Tshimolohong Modimo o ne a hlole lehodimo le lefatshe. Lefatshe le ne le se na sebopeho, le se na letho; lefifi le ne le aparetse bodiba. Moya wa Modimo o ne o okaokela metsi. Modimo a re: “Lesedi le be teng!” Yaba lesedi le ba teng. Modimo a bona hore lesedi le letle, mme Modimo a le arohanya le lefifi. Modimo a re lesedi ke “motsheare” mme a re lefifi ke “bosiu”. Ha phirima, ha esa, ya eba letsatsi la pele. Yaba Modimo o re: “Loapi le be teng pakeng tsa metsi, ho arohanya metsi ho metsi a mang.” Modimo a etsa loapi ho arohanya metsi a kahodimo ho lona le metsi a katlase ho lona. Ha fela ha eba jwalo. Modimo a re loapi ke “lehodimo”. Ha phirima, ha esa, ya eba letsatsi la bobedi. Jwale Modimo a re: “Metsi a katlase ho lehodimo a bokellane sebakeng se le seng, ho hlahe mobu o ommeng!” Ha fela ha eba jwalo. Modimo a re mobu o ommeng ke “lefatshe”, metsi a bokellaneng wona a re ke “mawatle”. Modimo a bona hore hoo ho hotle. Modimo a re: “Lefatshe le medise jwang, le ditlama tse nang le peo, le difate tse behang ditholwana tse nang le peo ka mefuta ya yona, lefatsheng.” Ha fela ha eba jwalo. Lefatshe la medisa jwang, le ditlama tse nang le peo ka mefuta ya tsona, le difate tse behang ditholwana tse nang le peo ka mefuta ya yona. Modimo a bona hore hoo ho hotle. Ha phirima, ha esa, ya eba letsatsi la boraro. Yaba Modimo o re: “Loapi la lehodimo le be le mabone, a tle a arohanye motsheare le bosiu, a be a supe dinako tsa selemo, le matsatsi, le dilemo. Hape e be mabone a loaping la lehodimo, a bonesang lefatshe.” Ha fela ha eba jwalo. Modimo a etsa mabone a mabedi, a maholo; lebone le leholo ya eba le busang motsheare, le lenyenyane ya eba le busang bosiu; mme a etsa le dinaledi. Modimo a di bea loaping la lehodimo hore di bonese lefatshe, di buse motsheare le bosiu, di arohanye lesedi le lefifi. Modimo a bona hore hoo ho hotle. Ha phirima, ha esa, ya eba letsatsi la bone. Jwale Modimo a re: “Metsi a hlahise dibopuwa tse ngata, tse phelang, tse tsamayang ka dikgakgatha; le dinonyana di fofe kahodima lefatshe, loaping la lehodimo.” Modimo a hlola dikganyapa tsa ditonanahadi, le dibopuwa tsohle tse phelang, tse hlahisitsweng ke metsi ka bongata, ka mefuta ya tsona; le dinonyana tse fofang, ka mefuta ya tsona. Modimo a bona hore hoo ho hotle. Modimo a di hlohonolofatsa, a re: “Atang, le ngatafale, le tlale mawatleng; le dinonyana di ngatafale lefatsheng.” Ha phirima, ha esa, ya eba letsatsi la bohlano. Yaba Modimo o re: “Lefatshe le hlahise dibopuwa tse phelang, ka mefuta ya tsona: Makgomo, le dihahabi, le diphoofolo tse hlaha ka mefuta ya tsona.” Ha fela ha eba jwalo. Modimo a etsa diphoofolo tse hlaha ka mefuta ya tsona, le makgomo ka mefuta ya wona, le dihahabi tsohle ka mefuta ya tsona. Modimo a bona hore hoo ho hotle. Jwale Modimo a re: “A re etseng motho ka setshwano sa rona le ka sebopeho sa rona, mme a laole ditlhapi tsa lewatle, le dinonyana tse fofang, le makgomo, le lefatshe lohle, le tsohle tse hahabang hodima lefatshe.” Yaba Modimo o bopa motho ka setshwano sa hae, o mmopa ka setshwano sa Modimo; a bopa e motona le e motshehadi. Modimo a ba hlohonolofatsa, a re ho bona: “Atang, le ngatafale, le tlale lefatshe, le rene hodima lona; le laole ditlhapi tsa lewatle, le dinonyana tse fofang, le tsohle tse tsamayang hodima lefatshe.” Modimo a nto re: “Bonang, ke le file meroho yohle e nang le peo, e teng lefatsheng lohle; le difate tsohle tse behang ditholwana tse nang le peo, hore e be dijo tsa lona. Le diphoofolo tsohle tse hlaha, le dinonyana tsohle tse fofang, le tsohle tse hahabang hodima lefatshe, le tsohle tse phelang, ke di file ditlama tsohle tse tala, hore e be dijo tsa tsona.” Ha fela ha eba jwalo. Jwale Modimo a tadima tsohle tseo a di entseng, mme a bona hore di ntle haholo. Ha phirima, ha esa, ya eba letsatsi la botshelela. Ka mokgwa o jwalo Modimo a qeta ho etsa lehodimo, le lefatshe, le tsohle tse lehodimong, le lefatsheng, le lewatleng. Ka letsatsi la bosupa Modimo a phetha mosebetsi wa hae, oo a o entseng, mme ka letsatsi la bosupa a phomola mosebetsing wa hae wohle, oo a o entseng. Modimo a hlohonolofatsa letsatsi leo la bosupa, a le halaletsa, hobane ka lona o ile a phomola mosebetsing wa hae wohle, oo a o entseng ka ho o hlola. Ena ke yona tshimoloho ya lehodimo le lefatshe, ha di ne di hlolwa. Mohla Morena Modimo a etsang lefatshe le lehodimo, ho ne ho eso be le dimela dife kapa dife lefatsheng; ho eso mele ditlama dife kapa dife tsa naha, hobane Morena Modimo o ne a eso nese pula lefatsheng, mme ho bile ho se na le motho ya ka lemang mobu. Empa ha nyoloha mohodi lefatsheng, wa kolobisa mobu wohle lefatsheng. Morena Modimo a bopa motho ka lerole le tswang mobung; ka dinkong tsa hae a budulela moya wa bophelo, mme motho ya eba sebopuwa se phelang. Yaba Modimo o lema serapa, Edene, ka nqa botjhabela, mme ho sona a bea motho eo a mmopileng. Serapeng seo Morena Modimo a medisa mefuta yohle ya difate tse kgahlang mahlo, tse monate ha di jewa; bohareng ba serapa a medisa sefate sa bophelo, le sefate sa ho tseba botle le bobe. Noka e ne e phalla hara Edene, e nwesetsa serapa. Ho tloha moo e ne e arohana, e etsa dinoka tse nne. Noka ya pele e bitswa Pishone; ke yone e phallang, e tswedipana hara naha yohle ya Hafila, moo ho nang le kgauta. Kgauta ya naha eo ke e ntlentle. Ho na le mamina a difate a monko o monake, le majwe a bohlokwa. Noka ya bobedi e bitswa Gihone; ke yona e phallang, e tswedipana hara naha ya Kushe. Noka ya boraro e bitswa Tigerese; ke yona e fetang ka botjhabela ho Asure. Noka ya bone ke Euferatese. Morena Modimo a nka motho, a mmea serapeng sa Edene hore a se leme, a se hlokomele. Yaba Morena Modimo o laela motho, o re: “O ka ja difate tsohle tsa serapa ka bolokolohi, empa ha e le sefate sa ho tseba botle le bobe, sona o se ke wa se ja, hobane mohla o ka se jang, ruri o tla shwa.” Jwale Morena Modimo a re: “Hase hantle hore motho a be inotshi; ke tla mo etsetsa molekane ya mo thusang.” Yaba Morena Modimo o bopa diphoofolo tsohle tsa naha ka mobu, le dinonyana tsohle tse fofang, a di tlisa ho motho ho bona hore na a ka di rea mabitso afe. Kamoo motho a ileng a bitsa sebopuoa se seng le se seng se phelang kateng, yabo hoo e se e le lebitso la sona. Jwale motho a di rea mabitso; makgomo wohle, le dinonyana tse fofang, le diphoofolo tsohle tsa naha. Empa ha e le motho yena ha a a ka a fumanelwa molekane ya mo thusang. Yaba Morena Modimo o tshwarisa motho boroko bo boholo, mme a kgaleha. Jwale Morena Modimo a ntsha le leng la mahopo a hae, a nto busetsa nama madulong a yona. Ka lehopo leo Morena Modimo a le ntshitseng ho motho, a bopa mosadi, a mo tlisa ho motho. Yaba motho o re: “Enwa ke lesapo la masapo a ka, le nama ya nama ya ka. o tla bitswa Mosadi, hobane a ntshitswe ho Monna.” Ka baka lena, monna o tla tlohela ntatae le mmae, a matahane le mosadi wa hae, mme ba tla fetoha ntho e le nngwe. Ka bobedi ba bona monna le mosadi wa hae, ba ne ba sa tena letho, empa ba sa hlajwe ke dihlong. Noha e ne e le masene ho feta diphoofolo tsohle tsa naha, tseo Morena Modimo a di entseng. Yaba e re ho mosadi: “Na efela Modimo o itse: Le se ke la ja difate tsohle tse serapeng?” Mosadi a araba noha, a re: “Re ka ja ditholwana tsa difate tse serapeng, empa ha e le ditholwana tsa sefate se bohareng ba serapa, Modimo o itse: Le se ke la di ja, le ho di thetsa le se ke la di thetsa, esere la shwa. ” Jwale noha ya re ho mosadi: “Ruri ha le ka ke la shwa! Modimo o tseba hore mohla le ka se jang, mahlo a lona a tla tutuboloha, le tshwane le Modimo, le tsebe botle le bobe.” Mosadi a elellwa hore sefate seo se ka jewa, se bile se kgahla mahlo; le hore se a lakatseha, hobane se hlalefisa motho. Yaba o kgola tse ding tsa ditholwana tsa sona, o a di ja; a ba a fa le monna wa hae, le yena a ja. Mahlo a bona bobedi a tutuboloha, mme ba elellwa hore ha ba a tena letho. Ba rokahanya mahaba a sefate sa feiye, ba iketsetsa meitlamo. Jwale ba utlwa ha Morena Modimo a bua, ha a ntse a tsamaya hara serapa, moyeng o maphodi wa mantsiboya. Monna le mosadi wa hae ba ipatela Morena Modimo hara difate tsa serapa. Morena Modimo a bitsa monna, a re ho yena: “O hokae na?” Monna a arabela, a re: “Ke ile ka utlwa ha o ntse o tsamaya mona serapeng, ka tshaba, hobane ha ke a tena letho, mme ka ipata.” Jwale Modimo a re: “Ke mang ya o boleletseng hore ha o a tena letho? Na o jele sefate seo ke o laetseng hore o se ke wa se ja?” Monna a re: “Mosadi eo o nneileng yena, hore a be le nna, o mphile tse tswang sefateng, mme ka fela ka ja.” Jwale Morena Modimo a re ho mosadi: “Ke eng ee, eo o e entseng?” Mosadi a re: “Noha e ile ya nqhekella, mme ka fela ka ja.” Morena Modimo a re ho noha: “Hara makgomo wohle, le diphoofolo tsohle tsa naha, o rohakehile, kahobane o entse sena! O tla holoba ka mpa ya hao, o je lerole ka matsatsi wohle a ho phela ha hao. Ke tla hlahisa bora pakeng tsa hao le mosadi, le pakeng tsa madinyane a hao le bana ba hae. Bana ba hae ba tla kgoba hlooho ya hao; wena o tla ba loma serethe.” A re ho mosadi: “Ha o ithwetse, ke tla o atisetsa bohloko. O tla beleha bana ka bohloko, o lakatse monna wa hao, mme yena a o buse.” Jwale ho Adama a re: “Kahobane o mametse polelo ya mosadi wa hao, wa ja sefate seo ke ileng ka o laela, ka re: O se ke wa se ja, mobu o rohakehile ka baka la hao. O tla ja tse tswang ho wona ka ho sebetsa ka thata, ka matsatsi wohle a ho phela ha hao. Mobu oo o tla o medisetsa meutlwa, o o medisetse le tshehlo, o je meroho ya naha. O tla ja bohobe ka mofufutso wa phatla ya hao, ho fihlela o boela mobung, hobane o ntshitswe mobung, o lerole, mme o tla boela leroleng!” Monna a rea mosadi lebitso la Eva, hobane ke yena mma batho bohle ba phelang. Yaba Morena Modimo o etsetsa Adama le mosadi wa hae diaparo tsa matlalo, a ba apesa. Morena Modimo a re: “Bonang, motho o se a tshwana le e mong wa rona, ka ho tseba botle le bobe! Jwale a se tshohe a otlolla letsoho la hae, a kgola le sona sefate sa bophelo, a eja, mme a phela kamehla yohle!” Yaba Morena Modimo o mo ntsha serapeng sa Edene, hore a yo lema mobu oo a ntshitsweng ho wona. A leleka motho. Ka botjhabela ho serapa sa Edene a bea dikerubime, le sabole e tukang malakabe, e tsokotsehelang ka nqa tsohle, ho lebela tsela e yang sefateng sa bophelo. Adama a kena dikobong tsa mosadi wa hae, Eva; mosadi a ithwala, a tswala Kaine. Yaba Eva o re: “Ke fumane monna ka thuso ya Morena.” A boela a tswala Abele, moena Kaine. Abele e ne e le modisa wa dinku, athe Kaine yena e ne e le molemi. Ha nako e ntse e eya, Kaine a tlisetsa Morena nyehelo ya dilopotsiya. Abele le yena a mo tlisetsa matsibolo a nonneng a mohlape wa hae. Morena a kgahlwa ke Abele le nyehelo ya hae, empa a se ke a kgahlwa ke Kaine le nyehelo ya hae. Kaine a halefa haholo, sefahleho sa hae sa tsunkana. Morena a re ho Kaine: “O halefetseng? Ke ka baka lang ha sefahleho sa hao se tsunkane? Haeba o etsa hantle, na sefahleho sa hao ha se na ho bontsha kgotso? Empa ha o sa etse hantle, sebe se laletse monyakong wa hao, se a o lakatsa; feela wena eka kgona o se hlole.” Kaine a re ho Abele, moena hae: “A re ye naheng.” Jwale yare ha ba le naheng, Kaine a tsohela Abele moena hae matla, a mmolaya. Morena a re ho Kaine: “Ngwaneno, Abele, o kae?” Kaine a araba, a re: “Ha ke tsebe! Na ke nna modisana wa ngwaneso?” Morena a re: “O entseng? Lentswe la madi a ngwaneno le ipiletsa ho nna le etswa mobung. Kahoo o rohakehile, mme o lelekilwe mobung oo madi a ngwaneno, a tsholotsweng ke letsoho la hao, a monyetseng ho wona. Ha o lema, mobu o ke ke wa hlola o o atlehisa ka tse tswang ho wona. O tla ba mmalehi le moleleri lefatsheng.” Kaine a re ho Morena: “Kotlo ya ka e kgolo hoo ke sitwang ho e mamella. Bona, kajeno o ntelekile naheng ena, mme nke ke ka hlola ke bona sefahleho sa hao. Ke tla ba mmalehi le moleleri lefatsheng, mme ho tla etsahala hore ya mponang a mpolaye.” Morena a re ho yena: “Ka baka leo, mang le mang ya tla bolaya Kaine, polao eo e tla pheteletswa hasupa.” Yaba Morena o tshwaya Kaine, esere ya mmonang a mmolaya. Kaine a tloha pela Morena, a ya aha lefatsheng la Nodo, ka botjhabela ho Edene. Kaine a kena dikobong tsa mosadi wa hae; mosadi a ithwala, a tswala Henoke. Kaine a haha motse, a o reella ka mora wa hae, Henoke. Henoke a tswala Irade; Irade a tswala Mehuyaele; Mehuyaele a tswala Methushaele; Methushaele a tswala Lameke. Lameke a nyala basadi ba babedi: lebitso la e mong e ne e le Ada, la e mong e le Silla. Ada a tswala Jabale, eo e leng ntata ba neng ba phela ditenteng, ba ruileng mehlape. Lebitso la moena hae e ne e le Jubale, eo e leng ntata bohle ba neng ba letsa makodilo le diphala. Silla yena a tswala Tubale-Kaine, eo e neng e le lelala la dintho tse entsweng ka lethose le tshepe. Kgaitsedi ya Tubale-Kaine e ne e le Naama. Yaba Lameke o re ho basadi ba hae: “Ada le Silla, utlwang lentswe la ka; lona basadi ba Lameke, mamelang polelo ya ka: ke bolaile motho ya mpatileng leoma, le mohlankana ya nteteditseng. Haeba Kaine a pheteletswa hasupa, Lameke yena e tla ba hamashome a supileng hasupa.” Adama a boela a kena dikobong tsa mosadi wa hae, mosadi a mo tswalla mora eo a ileng a mo rea lebitso la Seta. Eva a re: “Modimo o mphile ngwana e mong bakeng sa Abele, hobane Kaine o ne a mmolaye.” Seta le yena a ba le mora, mme a mo rea lebitso la Enoshe. Jwale batho ba qala ho rapela Morena. Ena ke buka ya leloko la Adama. Mohla Modimo a hlolang motho o ile a mo bopa ka setshwano sa Modimo; a bopa e motona le e motshehadi, a ba hlohonolofatsa, mme a ba bitsa “motho”, mohla a ba hlolang. Adama o ne a ena le dilemo tse lekgolo le mashome a mararo ha a tswala mora ka setshwano sa hae, ka sebopeho sa hae, mme a mo rea lebitso la Seta. Hoba Seta a tswalwe, Adama o ile a phela dilemo tse makgolo a robedi, mme a tswala bara ba bang le baradi. Ditshiu tsohle tseo Adama a di phetseng e bile dilemo tse makgolo a robong le mashome a mararo; a nto shwa. Seta o ne a ena le dilemo tse lekgolo le metso e mehlano ha a tswala Enoshe. Hoba Enoshe a tswalwe, Seta o ile a phela dilemo tse makgolo a robedi le metso e supileng, mme a tswala bara ba bang le baradi. Ditshiu tsohle tseo Seta a di phetseng e bile dilemo tse makgolo a robong le leshome le metso e mmedi; a nto shwa. Enoshe o ne a ena le dilemo tse mashome a robong ha a tswala Kenane. Hoba Kenane a tswalwe, Enoshe o ile a phela dilemo tse makgolo a robedi le leshome le metso e mehlano, mme a tswala bara ba bang le baradi. Ditshiu tsohle tseo Enoshe a di phetseng e bile dilemo tse makgolo a robong le metso e mehlano; a nto shwa. Kenane o ne a ena le dilemo tse mashome a supileng ha a tswala Mahalalele. Hoba Mahalalele a tswalwe, Kenane o ile a phela dilemo tse makgolo a robedi le mashome a mane, mme a tswala bara ba bang le baradi. Ditshiu tsohle tseo Kenane a di phetseng e bile dilemo tse makgolo a robong le leshome; a nto shwa. Mahalalele o ne a ena le dilemo tse mashome a tsheletseng le metso e mehlano ha a tswala Jareta. Hoba Jareta a tswalwe, Mahalalele o ile a phela dilemo tse makgolo a robedi le mashome a mararo, mme a tswala bara ba bang le baradi. Ditshiu tsohle tseo Mahalalele a di phetseng e bile dilemo tse makgolo a robedi le mashome a robong a metso e mehlano; a nto shwa. Jareta o ne a ena le dilemo tse lekgolo le mashome a tsheletseng a metso e mmedi ha a tswala Henoke. Hoba Henoke a tswalwe, Jareta o ile a phela dilemo tse makgolo a robedi, mme a tswala bara ba bang le baradi. Ditshiu tsohle tseo Jareta a di phetseng e bile dilemo tse makgolo a robong le mashome a tsheletseng a metso e mmedi; a nto shwa. Henoke o ne a ena le dilemo tse mashome a tsheletseng a metso e mehlano ha a tswala Metushela. Hoba Metushela a tswalwe, metsamao ya Henoke ya kgahla Modimo ka dilemo tse makgolo a mararo, mme a tswala bara ba bang le baradi. Ditshiu tsohle tseo Henoke a di phetseng e bile dilemo tse makgolo a mararo le mashome a tsheletseng a metso e mehlano. Metsamao ya Henoke ya kgahla Modimo; yaba o a nyamela, hobane Modimo o ile a mo nka. Metushela o ne a ena le dilemo tse lekgolo le mashome a robedi a metso e supileng ha a tswala Lameke. Hoba Lameke a tswalwe, Metushela a phela dilemo tse makgolo a supileng le mashome a robedi a metso e mmedi, mme a tswala bara ba bang le baradi. Ditshiu tsohle tseo Metushela a di phetseng e bile dilemo tse makgolo a robong le mashome a tsheletseng a metso e robong; a nto shwa. Lameke o ne a ena le dilemo tse lekgolo le mashome a robedi a metso e mmedi ha a tswala mora. A mo rea lebitso la Nowe, a re: “Enwa o tla re phomotsa mosebetsing wa rona, le boimeng ba wona bo bakilweng ke thohako eo Morena a rohakileng mobu ka yona.” Hoba Nowe a tswalwe, Lameke a phela dilemo tse makgolo a mahlano le mashome a robong a metso e mehlano, mme a tswala bara ba bang le baradi. Ditshiu tsohle tseo Lameke a di phetseng e bile dilemo tse makgolo a supileng le mashome a supileng a metso e supileng; a nto shwa. Nowe o ne a ena le dilemo tse makgolo a mahlano ha a tswala Sema, le Kama, le Jafeta. Ha batho ba qala ho ata lefatsheng, mme ba tswala baradi, bara ba Modimo ba bona hore baradi ba batho ba batle, mme ba inkela basadi kamoo ba ka kgahlwang kateng. Yaba Morena o re: “Moya wa ka o ke ke wa hlola ka ho motho kamehla eohle, hobane motho ke nama feela. Ditshiu tsa hae e tla ba dilemo tse lekgolo le mashome a mabedi.” Ka yona nako eo, le kamora moo, diqhobane tsa eba teng lefatsheng, ha bara ba Modimo ba bokana le baradi ba batho, ba tswala bana le bona. Bana bao ke tsona dinatla tsa boholoholo tse tumileng haholo. Jwale Morena a bona hore bokgopo ba batho lefatsheng bo boholo haholo, le hore mehopolo ya dipelo tsa bona e tletse bobe kamehla. Morena a swaba ha a ile a etsa motho lefatsheng, pelo ya hae ya utlwa bohloko. Yaba Morena o re: “Batho bao ke ba bopileng ke tla ba fedisa lefatsheng; batho, mmoho le diphoofolo, le dihahabi, le dinonyana tse fofang, hobane ke a itshwabela ha ke ile ka ba etsa.” Empa Nowe yena a hauhelwa ke Morena. Tsena ke ditaba tsa Nowe. Nowe e ne e le motho ya lokileng, ya neng a hloka kodi hara ba mehla eo, mme metsamao ya hae ya kgahla Modimo. A tswala bara ba bararo: Sema, le Kama, le Jafeta. Mahlong a Modimo lefatshe le ne le bodile, le tletse dipolayano. Modimo a bona hore lefatshe le bodile, batho bohle ba itshilafaditse. Jwale Modimo a re ho Nowe: “Ke rerile ho fedisa tsohle tse phelang lefatsheng, hobane lefatshe le tletse dipolayano ka baka la batho; ke tla ba timetsa mmoho le lefatshe. “Iketsetse areka ka difate tsa phaena, o e etse dikamore, mme o e bitiele ka boka kantle le kahare. O tla e haha tjena: bolelele ba areka e be dimethara tse lekgolo le mashome a mararo a metso e meraro, bophara ba yona e be dimethara tse mashome a mabedi a metso e mmedi, mme bophahamo ba yona e be dimethara tse leshome le metso e meraro. Areka eo o e etsetse fesetere e tla kenya lesedi, mme pakeng tsa yona le marulelo e be bolelele ba disenthimethara tse mashome a mane a metso e mene; monyako wa areka o etswe lehlakoreng la yona. Ho be le dikamore tse katlase, tse hare, le tse kahodimo. “Ke tla tlisa morallo wa metsi ho kwahela lefatshe, ho timetsa tsohle tse phelang, tse tlasa lehodimo. Tsohle tse lefatsheng di tla timela. Empa wena ke tla etsa selekane le wena. O tla kena ka arekeng, wena le bara ba hao, le mosadi wa hao, le dingwetsi tsa hao. O tla kena ka arekeng le diphoofolo tsohle tse phelang, tse pedi mofuteng o mong le o mong, e be e tona le e tshehadi, di tle di phele mmoho le wena. Dinonyana ka mefuta ya tsona, le diphoofolo ka mefuta ya tsona, le dihahabi ka mefuta ya tsona, di kene le wena ka arekeng ka bobedi, di tle di phele. O bokelle dijo tsohle tse tla jewa, o di kenye ka arekeng, e tle e be dijo tsa hao le tsa diphoofolo.” Nowe a etsa jwalo; a etsa jwalokaha Modimo a ne a mo laetse. Morena a re ho Nowe: “Wena, le ba ntlo ya hao, kena ka arekeng, hobane ke bone hore molokong ona ke wena feela ya lokileng mahlong a ka. “Diphoofolong tsohle tse sa ileheng, o nke tse supileng tse tona, le tse supileng tse tshehadi; ho tsohle tse ilehang o nke tse pedi, e be e tona le e tshehadi. Dinonyananeng tsohle tse fofang o nke tse supileng ka bobedi, e be e tona le e tshehadi, hore mofuta wa tsona o tle o bolokehe lefatsheng. Kamora matsatsi a supileng, ho tloha jwale, ke tla nesetsa lefatshe pula ka matsatsi a mashome a mane, le masiu a mashome a mane, mme ke tla fedisa tsohle tse phelang lefatsheng, tseo ke di entseng.” Nowe a etsa jwalokaha Morena a ne a mo laetse. Nowe o ne a ena le dilemo tse makgolo a tsheletseng ha morallo wa metsi o eba teng lefatsheng. Yare metsi a morallo a eso fihle, Nowe a kena ka arekeng a ena le bara ba hae, le mosadi wa hae, le dingwetsi tsa hae. Diphoofolo tse sa ileheng le tse ilehang, le dinonyana, le dihahabi tsohle, tsa tla ka bobedi, e le e tona le e tshehadi, tsa kena ka arekeng le Nowe, jwalokaha Morena a ne a mo laetse. Yare hoba matsatsi a supileng a fete, morallo wa metsi wa eba teng lefatsheng. Ka selemo sa makgolo a tsheletseng sa ho phela ha Nowe, ka kgwedi ya bobedi, ka letsatsi la leshome le metso e supileng, ka lona letsatsi leo mehlodi yohle ya bodiba bo boholo ya phunyeha, le maru a tsholella metsi lefatsheng. Ka matsatsi a mashome a mane, le masiu a mashome a mane, lefatshe la nelwa ke pula ya ditlwebelele. Ka lona letsatsi leo Nowe le bara ba hae, Sema le Kama le Jafeta, le mosadi wa Nowe, le dingwetsi tse tharo tsa Nowe, ba kena ka arekeng, mmoho le mefuta yohle ya diphoofolo, le mefuta yohle ya dihahabi, le mefuta yohle ya dinonyana. Dibopuwa tse phelang tsa kena ka bobedi ka arekeng ho Nowe. Tse ileng tsa kena e ne e le e tona, le e tshehadi, jwalokaha Modimo a ne a mo laetse. Jwale Morena a mo kwalla kahare. Morallo wa nna wa tswela pele lefatsheng ka matsatsi a mashome a mane. Ha metsi a ntse a eketseha a phaphamatsa areka, ya phahamela lefatshe. Metsi a nna a kokomoha, a eketseha haholo, mme areka ya nna ya lweba hodima metsi. Metsi a kokomoha haholo lefatsheng, a kwahela dithaba tsohle tse telele, tse tlasa lehodimo. Metsi a nna a kokomoha ho fihlela a etsa dimethara tse supileng kahodimo ho dithaba. Dibopuwa tsohle tse phelang lefatsheng tsa shwa: dinonyana, makgomo, diphoofolo tse hlaha, le tsohle tse tsamayang ka dikgakgatha lefatsheng, le batho bohle. Tsohle tse neng di phela lefatsheng moo ho ommeng, tsa shwa. Morena a timetsa tsohle tse phelang lefatsheng: batho le makgomo, dihahabi le dinonyana tse fofang; tsohle tsa timetswa lefatsheng. Ha sala Nowe feela le bao a neng a ena le bona ka arekeng. Metsi a qeta matsatsi a lekgolo le mashome a mahlano a ntse a kwahetse lefatshe. Modimo a hopola Nowe, le diphoofolo tsohle tse hlaha, le makgomo wohle a neng a ena le yena ka arekeng. Jwale Modimo a fokisa moya hodima lefatshe, mme metsi a bohlela. Mehlodi ya bodiba bo boholo, le maru a kgaotsa ho tsholla metsi, pula e tswang lehodimong ya emisa. Butlebutle metsi a nna a monyela fatshe, mme qetellong ya matsatsi a lekgolo le mashome a mahlano, metsi a ne a se a fokotsehile. Ka kgwedi ya bosupa, ka letsatsi la leshome le metso e supileng la kgwedi, areka ya dula hodima dithaba tsa Ararate. Metsi a nna a tswela pele ho fokotseha ho fihlela ka kgwedi ya leshome; mme ka letsatsi la pele la kgwedi ya leshome ditlhoro tsa dithaba tsa hlaha. Hoba ho fete matsatsi a mashome a mane, Nowe a bula fesetere eo a neng a e entse arekeng. A ntsha lekgwaba; lona la tswa, la nna la solla, ho fihlela metsi a epsha lefatsheng. Jwale a ntsha leeba, ho bona hore na metsi a fokotsehile lefatsheng. Empa leeba la se ke la fumana moo le ka beang leoto teng, mme la kgutlela ho yena ka arekeng, hobane metsi a ne a sa tletse hohle lefatsheng. A nanabetsa letsoho la hae, a tshwara leeba, a le kgutlisetsa ho yena ka arekeng. A ema matsatsi a mang a supileng, a nto ntsha leeba hape ka arekeng. Mantsiboya la kgutlela ho yena, molomong wa lona le nkile lehlaku la mohlwaare, le neng le qeta ho rojwa. Jwale Nowe a tseba hore metsi a fokotsehile lefatsheng. A boela a ema matsatsi a supileng hape, a nto boela a ntsha leeba, empa la se ke la hlola le kgutlela ho yena hape. Ka selemo sa makgolo a tsheletseng a motso o mong, ka kgwedi ya pele, ka letsatsi la pele la kgwedi, metsi a ne a se a monyetse fatshe. Nowe a bula areka kahodimo, mme a bona hore jwale ho qomme. Ka kgwedi ya bobedi, ka letsatsi la mashome a mabedi a metso e supileng, lefatshe le ne le se le omme ngo! Yaba Modimo o re ho Nowe: “Wena le mosadi wa hao, le bara ba hao, le dingwetsi tsa hao, tswa ka arekeng. Tswa le dibopuwa tsohle tse phelang: dinonyana, le diphoofolo, le tsohle tse hahabang hodima lefatshe, di tle di tswale haholo, di ate, di ngatafale lefatsheng.” Jwale Nowe a tswa a ena le mosadi wa hae, le bara ba hae, le dingwetsi tsa hae. Diphoofolo tsohle, le makgomo wohle, le dinonyana tsohle, le tsohle tse hahabang hodima lefatshe, tsa tswa ka arekeng ka mefuta ya tsona. Jwale Nowe a hahela Morena aletare, mme a kgetha diphoofolong tsohle tse sa ileheng, le dinonyaneng tsohle tse sa ileheng, mme ka tsona a etsa sehlabelo sa setjheso aletareng. Ha Morena a utlwa monko o monate, a re ka pelong ya hae: “Ha ke sa tla hlola ke rohaka lefatshe ka baka la motho, hobane mehopolo ya pelo ya motho haesale e le mebe ho tloha botjheng ba hae. Ha ke sa tla boela ke otla dintho tsohle tse phelang, jwalokaha ke entse. “Ha feela lefatshe le sa ntse le le teng, nako ya ho jala le ya ho kotula, mohatsela le mofuthu, hlabula le mariha, motsheare le bosiu, di ke ke tsa phetsa ho ba teng.” Modimo a hlohonolofatsa Nowe le bara ba hae, a re ho bona: “Atang, le ngatafale, le tlale lefatshe. Diphoofolo tsohle tsa lefatshe, le dinonyana tsohle tse fofang, di tla le tshaba. Dihahabi tsohle tsa lefatshe, le ditlhapi tsohle tsa lewatle, di bewa matsohong a lona. Tsohle tse tsamayang, tse phelang, e tla ba dijo tsa lona, jwalokaha ke le neile meroho e metala. Tsena tsohle ke le nea tsona. “Feela le se ke la ja nama e ntseng e ena le bophelo, e leng madi. Madi a lona, e leng bophelo ba lona, ke tla a batla. Ke tla a batla dibataneng tsohle, le matsohong a motho. Ke tla batla bophelo ba motho matsohong a ngwanabo. “Mang le mang ya tshollang madi a motho, le yena madi a hae a tla tshollwa ke motho, hobane Modimo o entse motho ka setshwano sa Modimo. “Jwale lona atang, le ngatafale; anafalang le tlale lefatshe.” Yaba Modimo o bua ho Nowe, a ena le bara ba hae, o re: “Bonang, nna, ke etsa selekane sa ka le lona, le ditloholo tsa lona. Ke se etsa le dibopuwa tsohle tse phelang, tse nang le lona: Dinonyana, makgomo, le diphoofolo tse hlaha, le tsohle tse tswileng ka arekeng. Ke etsa selekane sa ka le lona: Ha ho ka ke ha hlola ho timetswa batho ka morallo wa metsi. Hape ha ho ka ke ha hlola ho eba le morallo wa metsi o tla timetsa lefatshe.” Modimo a re: “Ke sena sesupo sa selekane seo ke se etsang le lona le tsohle tse phelang le lona, le meloko e tlang: Ke tla hloma mookodi wa ka marung, mme e tla ba sesupo sa selekane sa ka le lefatshe. Ha ke tlisa maru hodima lefatshe, mme mookodi o bonahala marung, ke tla hopola selekane seo ke se entseng le lona, le dibopuwa tsohle tse phelang, mme metsi a ke ke a hlola a etsa morallo o tla timetsa batho bohle. Mookodi o tla ba marung, mme ha ke o tadima, ke tla hopola selekane se sa feleng, se pakeng tsa Modimo le dibopuwa tsohle tse phelang, tse teng lefatsheng.” Modimo a re ho Nowe: “Sena ke sesupo sa selekane seo ke se entseng pakeng tsa ka le batho bohle ba teng lefatsheng.” Bara ba Nowe, ba ileng ba tswa ka arekeng, e ne e le Sema le Kama le Jafeta. Kama ke ntata Kanana. Ba bararo bana e ne e le bara ba Nowe, mme batho bohle ba lefatsheng ba tswetswe ke bona. Nowe e ne e le molemi; ya eba yena wa ho qala ho lema morara. A nwa veine, a tahwa, a robala ka tenteng a sa tena. Kama, ntata Kanana, ha a bona bofeela ba ntatae, a ya bolella bana babo ba babedi ba le kantle. Sema le Jafeta ba nka kobo, ba e akgela mahetleng a bona, ba tsamaya kasanthao, ba fihla ba kwahela bofeela ba ntata bona. Kaha ba ne ba furaletse, ha ba a ka ba bona bofeela ba ntata bona. Nowe, ha a se a hlaphohetswe, a tseba seo mora wa hae e monyenyane a ileng a se etsa ho yena. Yaba o re: “Kanana a ke a rohakehe, e be lekgoba la makgoba ho bana babo.” Hape a re: “Ho bokwe Morena, Modimo wa Sema, Kanana e ke e be lekgoba la bona. Modimo a ke a hodise Jafeta, a phele ditenteng tsa Sema, Kanana e be lekgoba la hae.” Kamora morallo wa metsi, Nowe a phela dilemo tse makgolo a mararo le mashome a mahlano. Dilemo tsa Nowe kaofela e ne e le makgolo a robong le mashome a mahlano; a nto shwa. Ena ke meloko ya bara ba Nowe, e leng Sema le Kama le Jafeta. Kamora morallo wa metsi ba ne ba tswale bara. Bana ke bara ba Jafeta: Gomere, le Magogo, le Madai, le Jafane, le Tubale, le Mesheke, le Tirase. Bana ke bara ba Gomere: Ashekenase, le Rifate, le Togarema. Bana ke bara ba Jafane: Elisha, le Tarashishe, le Kitime, le Dodanime. Ke bona ba ileng ba abelwa dinaha tsa dihlekehleke, ka ho ya ka maleme a bona, le ka ho ya ka malapa abo bona, le ka ho ya ka merabe ya bona. Bana ke bara ba Kama: Kushe, le Miseraime, le Pute, le Kanana. Bana ke bara ba Kushe: Seba, le Hafila, le Sabeta, le Rama, le Sabeteka, mme bara ba Rama ke Sheba le Dedane. Kushe a tswala Nimerode; Nimerode ya eba senatla se seholo lefatsheng. Mahlong a Modimo e ne e le setsomi se matla, mme ke ka baka lena ho yeng ho thwe: “Jwaloka Nimerode, setsomi se matla mahlong a Modimo.” Puso ya hae e qalehile Babele, le Ereke, le Akade, le Kalene, naheng ya Shinare. A tloha naheng eo, a ya Asure; a haha Ninife le Rehobote-Ire, le Kalaha, le Resene, pakeng tsa Ninife le Kalaha, e leng wona motse o moholo. Miseraime a tswala Balode, le Baaname, le Balebahe, le Banafetuhe, le Bapatarusi, le Bakasalohe, ba tswetseng Bafilesita, le Bakafatore. Kanana a itsibola ka Sidone, ya tla ba Hete, le Bajebuse, le Baamore, le Bagirigashe, le Bahife, le Baareki, le Basine, le Baarefade, le Basemare, le Bahamate. Kamora mona malapa a Bakanana a namela hohle. Moedi wa Bakanana o ne o tloha Sidone, ho ya fihla Gerare, le ho ya fihla Gasa, le ho ya Sodoma, le Gomora, le Adema, le Seboime, ho ya fihla Lasha. Bana ke bara ba Kama, ka ho ya ka malapa abo bona, le ka ho ya ka maleme a bona, le ka ho ya ka dinaha tsa bona, le ka ho ya ka merabe ya bona. Sema, ntata bana bohle ba Ebere, moholwane wa Jafeta, le yena a tswallwa bana. Bara ba Sema ke Elame, le Asure, e Arepakeshade, le Lode, le Arame. Bara ba Arame ke Use, le Hule, le Getere, le Masha. Arepakeshade a tswala Shela, mme Shela a tswala Ebere. Ebere a tswala bara ba babedi. Lebitso la e mong e ne e le Pelege, hobane baahi ba lefatshe ba ne ba arohane mehleng ya hae; moena hae e ne e le Jokotane. Jokotane a tswala Alamodade, le Shelefe, le Hasere-Mafete, le Jerahe, le Hadorame, le Usale, le Dikela, le Obale, le Abimaele, le Sheba, le Ofire, le Hafila, le Jobabe. Bana bohle ke bara ba Jokotane. Ba ne ba ahile Mesha, ho ya fihla Sefare, dithabeng tse ka botjhabela. Bana ke bara ba Sema, ka ho ya ka malapa abo bona, le ka ho ya ka maleme a bona, le ka ho ya ka dinaha tsa bona, le ka ho ya ka merabe ya bona. Ana ke wona malapa a bara ba Nowe, ho ya ka meloko ya bona, le ka merabe ya bona. Ditjhaba tse tswang ho bona di ile tsa arohana lefatsheng kamora morallo wa metsi. Lefatshe lohle le ne le bua puo e le nngwe, le sebedisa mantswe a le mang. Jwale yare ha batho ba ntse ba hloma ba hlomola, ba leba botjhabela, ba fumana thota naheng ya Shinare, mme ba aha teng. Yaba ba buisana, ba re: “Tloong, re etseng setene, re se bese, se butswe hantle.” Bakeng sa majwe ba sebedisa setene, bakeng sa seretse ba sebedisa boka. Ba re: “Tloong, re ikgaheleng motse, le tora eo tlhoro ya yona e tla fihla lehodimong; mabitso a rona a tle a tume, esere ra tshoha re qhalaqhalana le lefatshe lohle.” Jwale Morena a theohela fatshe ho tla bona motse le tora eo batho ba e hahang. Yaba Morena o re: “Bonang, kaofela ha bona ke setjhaba se le seng, ba bua puo e le nngwe. Hona ke qaleho feela ya mosebetsi wa bona, mme ha ho letho le tla ba thibela morerong oo ba hopotseng ho o etsa. A re theoheleng fatshe he, re ferekanye puo ya bona, ba se ke ba utlwana ha ba bua.” Jwale Morena a ba qhalanyetsa hohle lefatsheng, ho tloha moo ba neng ba le teng, mme ba tlohela ho haha motse oo. Ke ka baka leo lebitso la wona ho ileng ha thwe ke Babele, hobane ke moo Morena a ileng a ferekanyetsa puo ya lefatshe lohle teng, mme ho tloha moo Morena a ba qhalanyetsa lefatsheng lohle. Lena ke leloko la Sema. Sema ha a ena le dilemo tse lekgolo, a tswala Arepakeshade hoba ho fete dilemo tse pedi morallo wa metsi o bile teng. Hoba Arepakeshade a tswalwe, Sema o ile a phela dilemo tse makgolo a mahlano, mme a tswala bara ba bang le baradi. Arepakeshade a phela dilemo tse mashome a mararo a metso e mehlano, yaba o tswala Shela. Hoba Shela a tswalwe, Arepakeshade o ile a phela dilemo tse makgolo a mane a metso e meraro, mme a tswala bara ba bang le baradi. Shela a phela dilemo tse mashome a mararo, yaba o tswala Ebere. Hoba Ebere a tswalwe, Shela o ile a phela dilemo tse makgolo a mane le metso e meraro, mme a tswala bara ba bang le baradi. Ebere a phela dilemo tse mashome a mararo a metso e mene, yaba o tswala Pelege. Hoba Pelege a tswalwe, Ebere o ile a phela dilemo tse makgolo a mane le mashome a mararo, mme a tswala bara ba bang le baradi. Pelege a phela dilemo tse mashome a mararo, yaba o tswala Reu. Hoba Reu a tswalwe, Pelege o ile a phela dilemo tse makgolo a mabedi le metso e robong, mme a tswala bara ba bang le baradi. Reu a phela dilemo tse mashome a mararo a metso e mmedi, yaba o tswala Seruge. Hoba Seruge a tswalwe, Reu o ile a phela dilemo tse makgolo a mabedi le metso e supileng, mme a tswala bara ba bang le baradi. Seruge a phela dilemo tse mashome a mararo, yaba o tswala Nakore. Hoba Nakore a tswalwe, Seruge o ile a phela dilemo tse makgolo a mabedi, mme a tswala bara ba bang le baradi. Nakore a phela dilemo tse mashome a mabedi a metso e robong, yaba o tswala Tera. Hoba Tera a tswalwe, Nakore o ile a phela dilemo tse lekgolo le leshome le metso e robong, mme a tswala bara ba bang le baradi. Tera a phela dilemo tse mashome a supileng, yaba o tswala Aborame le Nakore le Harane. Lena ke leloko la Tera. Tera o ile a tswala Aborame, le Nakore, le Harane; Harane a tswala Lota. Harane a shwa ntatae Tera a sa phela, a shwela naheng eo a tswaletsweng ho yona, e leng Ure ya Bakalatiya. Bo-Aborame le Nakore ba nyala basadi. Lebitso la mosadi wa Aborame e ne e le Sarai, mme lebitso la mosadi wa Nakore e le Mileka, moradi wa Harane, eo e leng ntata Mileka le ntata Iseka. Sarai e ne e le nyopa, a se na ngwana. Yaba Tera o nka mora wa hae Aborame, le Lota, setloholo sa hae, mora wa Harane, le ngwetsi ya hae Sarai, mosadi wa mora hae Aborame; a tloha le bona naheng ya Ure ya Bakalatiya, a fallela naheng ya Kanana. Ha ba fihla Harane, ba aha teng. Ditshiu tseo Tera a di phetseng e bile dilemo tse makgolo a mabedi le metso e mehlano. Tera o ile a shwela Harane. Morena a re ho Aborame: “Tloha naheng ya heno, le ho bang ka wena, le tlung ya ntatao, o fallele naheng eo ke tla o supisa yona. “Ke tla o etsa setjhaba se seholo, ke o hlohonolofatse, ke tumise lebitso la hao, mme ba bang ba tla hlohonolofala ka wena. Ke tla hlohonolofatsa ba o hlohonolofatsang, ke rohake ba o rohakang. Ka wena ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tla hlohonolofatswa.” Aborame a tsamaya jwalokaha Morena a mmoleletse, mme Lota a ya le yena. Ha Aborame a falla Harane, o ne a ena le dilemo tse mashome a supileng a metso e mehlano. Aborame a nka mosadi wa hae Sarai, le Lota mora wa moenae, le thepa yohle eo ba neng ba e sebeditse, le makgoba, le bohle bao ba bileng le bona ha ba le Harane. Ba tloha, ba leba naheng ya Kanana, mme ba fela ba fihla naheng eo ya Kanana. Aborame a feta naheng eo, a ya fihla sebakeng se bitswang Shekeme, sefateng sa eike sa More. Bakanana ba ne ba ahile naheng eo. Morena a iponahatsa ho Aborame, a re: “Naha ena ke tla e nea ditloholo tsa hao.” Yaba Aborame o hahela Morena ya iponahaditseng ho yena aletare. Jwale a tloha moo, a ya thabeng e ka botjhabela ho Bethele. A hloma tente ya hae hona teng, Bethele ya eba ka bophirimela, Ai ya eba ka botjhabela. A hahela Morena aletare hona moo, a rapela Morena. Aborame a tsamaya a hloma a hlomola, a leba borwa. Tlala ya eba teng naheng eo; yaba Aborame o theohela Egepeta ho ya jakajaka teng, hobane tlala e ne e le kgolo naheng ya Kanana. Ha a se a le haufi le ho kena Egepeta, a re ho mosadi wa hae Sarai: “Bona mona; ke a tseba hore o mosadi e motle haholo; etlare ha Baegepeta ba o bona, ba re: Ke mosadi wa hae enwa, ebe ba a mpolaya, empa wena ba tla o tlohela o nne o phele. Jwale o tle o re o kgaitsedi ya ka, ke tle ke amohelehe, mme ke pholohe ka baka la hao.” Ha Aborame a fihla Egepeta, Baegepeta ba bona hore mosadi eo o motle haholo. Mahosana a Faro a mmona, mme a mo babatsa ho Faro; yaba mosadi eo o iswa tlung ya Faro. Ka baka la mosadi eo, Aborame a baballeha. A newa mehlape ya dinku le ya dikgomo, makgoba a banna le a basadi, ditonki tse tona le tse tshehadi, le dikamele. Empa Morena a otla Faro, le ba lelapa la hae, ka dikotlo tse kgolo, ka baka la Sarai, mosadi wa Aborame. Yaba Faro o bitsa Aborame, o re ho yena: “Ke eng ye, eo o e entseng ho nna? Ke ka baka lang o sa kang wa mpolella hore ke mosadi wa hao? Ke ka baka lang o ileng wa re: Ke kgaitsedi ya ka, mme yaba ke mo nka hore e be mosadi wa ka? Ka baka leo, mosadi wa hao ke eo he! Mo nke, o tsamaye!” Yaba Faro o laela banna hore ba mo felehetse le mosadi wa hae, le tsohle tseo a neng a ena le tsona. Aborame a nyoloha Egepeta, yena le mosadi wa hae, mmoho le Lota, le tsohle tseo a neng a ena le tsona, ba ya naheng e ka borwa. Aborame o ne a ruile mehlape e mengata, le silefera, le kgauta. A nna a tswela pele maetong a hae ho tloha borwa ho ya Bethele, le ho ya fihla sebakeng seo a neng a hlomile ditente tsa hae mehleng ya pele, pakeng tsa Bethele le Ai, e leng sebakeng seo a neng a hahe aletare ya hae ya pele ho sona; ke moo Aborame a neng a rapele Morena teng. Lota, ya neng a tsamaya le Aborame, o ne a ena le mehlape ya dinku le ya dikgomo, le ditente, e leng hore naha eo e ne e ke ke ya ba lekana haeba ba ne ba ka aha mmoho; maruo a bona a ne a le mangata hoo ba neng ba ke ke ba aha mmoho. Diqabang tsa hlaha pakeng tsa badisana ba Aborame le ba Lota. Nakong eo Bakanana le Baperise ba ne ba ahile naheng eo. Yaba Aborame o re ho Lota: “Ke a o rapela, qabang a e ke e be siyo pakeng tsa rona le wena, le pakeng tsa badisana ba ka le badisana ba hao, hobane re bana ba motho. Ha ke re o ka ikgethela moo o ratang teng naheng ye yohle? A re arohane. Haeba o eya ka letsohong le letshehadi, nna ke tla ya ka ho le letona; ha o eya ka ho le letona, ke tla ya ka ho le letshehadi.” Lota a phahamisa mahlo, mme a bona phula yohle ya Jorodane e ena le metsi a mangata, jwaloka serapa sa Morena, le jwaloka Egepeta, ho ya fihla Soware. E ne e le pele Morena a timetsa Sodoma le Gomora. Yaba, Lota o ikgethela phula yohle ya Jorodane, a leba botjhabela, mme ba arohana. Aborame a aha naheng ya Kanana, ha Lota yena a ile a ikgahela metseng e phuleng, a hloma ditente tsa hae pela Sodoma. Batho ba Sodoma e ne e le baetsadibe ba kgopo haholo, ba sitelwa Morena. Kamora hoba Lota le Aborame ba arohane, Morena a re ho Aborame: “Ako phahamise mahlo, mme o tadime ho tloha sebakeng seo o leng ho sona, ho ya leboya le borwa, le botjhabela le bophirimela. Naha yohle eo o e bonang ke tla o nea yona le ditloholo tsa hao kamehla yohle. Ditloholo tsa hao di tla ba kaalo ka lerole la lefatshe, mme haeba ho na le motho ya ka balang lerole la lefatshe, le ditloholo tsa hao a ka di bala. Ema, o tsamaye le naha eo ka bonamo ba yona, hobane ke tla o nea yona.” Aborame a kgokgotholla ditente tsa hae, a ya aha difateng tsa eike tsa Mamore, tse Heborone, mme a hahela Morena aletare teng. Mehleng ya Amorafele kgosi ya Shinare, le Arioke kgosi ya Elasara, le Kedore-Laomere kgosi ya Elame, le Tidale kgosi ya Goime, dikgosi tsena tsa futuhela Bera kgosi ya Sodoma, le Biresha kgosi ya Gomora, le Shinabe kgosi ya Adema, le Shemebere kgosi ya Seboime, le kgosi ya Bela, e leng Soware. Dikgosi tsena kaofela tsa kopanya mabotho, phuleng ya Sidime, e leng Lewatleng la Letswai. Ka dilemo tse leshome le metso e mmedi di ne di buswa ke Kedore-Laomere, empa ka selemo sa leshome le metso e meraro tsa mo fetohela. Ka selemo sa leshome le metso e mene Kedore-Laomere le dikgosi tse neng di ikopantse le yena, a tla, mme a hlola Barefaime ba le Ashetarote-Karanaime, le Basusime ba le Hame, le Baemime ba le thoteng ya Kiriataime; le Bahore ba le thabeng ya bona ya Seire, ho ya fihla Ele-Parane, haufi le lehwatata. Jwale ba kgutla, mme ba fihla Ene-Mishepate, e leng Kadeshe, ba hapa naha yohle ya Baamaleke, le ya Baamore ba neng ba ahile naheng ya bona Hasesone-Tamare. Ke ha ho futuha kgosi ya Sodoma, le kgosi ya Gomora, le kgosi ya Adema, le kgosi ya Seboime, le kgosi ya Bela, e leng Soware, mme tsa itokisetsa ntwa ka phuleng ya Sidime; tsa lwantsha Kedore-Laomere kgosi ya Elame, le Tidale kgosi ya Goime, le Amorafele kgosi ya Shinare, le Arioke kgosi ya Elasara: dikgosi tse nne tsa lwantsha dikgosi tse hlano. Phula ena ya Sidime e ne e ena le dikoti tse nang le boka, mme eitse ha dikgosi tsa Sodoma le Gomora di baleha, tsa wela dikoting tsena, mme bahlabani ba setseng ba balehela thabeng. Ba hlotseng ba hapa maruo wohle a Sodoma le Gomora, le dijo tsa bona tsohle, mme ba ikela. Ba hapa le Lota, mora wa moena Aborame, ya neng a ahile Sodoma, mmoho le thepa yohle ya hae. Yaba ho fihla selahlamarungwana, mme sa tsebisa Aborame wa Moheberu ditaba. Aborame o ne a ahile difateng tsa eike tsa Mamore wa Moamore, ngwanabo Eshekole le Anere, ba neng ba entse selekane le Aborame. Ha Aborame a utlwa hore mora wa moena hae o hapilwe, a phalla le banna ba hae ba hlometseng ba makgolo a mararo le leshome le metso e robedi, ba tswaletsweng tlung ya hae, mme ba ba lelekisa ho ya fihla Dane. Aborame a arola mabotho a hae dihlopha, a ena le bahlanka ba hae, ba ba hlasela bosiu, ba ba lelekisa ho ya fihla Hoba e ka leboya ho Damaseka. A kgutla le thepa yohle, esita le yena Lota mora wa moena hae, le thepa ya hae, mmoho le basadi le batho kaofela. Ha Aborame a kgutla ho tswa hlola Kedore-Laomere, le dikgosi tse neng di mo tlatsitse, kgosi ya Sodoma ya ya mo kgahlanyetsa kgohlong ya Shafe, e leng Kgohlo ya Kgosi. Meleki-Sedeke, kgosi ya Salema, a mo tlisetsa bohobe le veine. Meleki-Sedeke e ne e le moprista wa Modimo ya hodimodimo. Yaba o hlohonolofatsa Aborame, o re: “Ho hlohonolofatswe Aborame ke Modimo ya hodimodimo, Mmopi wa lehodimo le wa lefatshe. Ho bokwe Modimo ya hodimodimo, ya o thusitseng ho hlola dira tsa hao.” Jwale Aborame a mo nea karolo e le nngwe ho tse leshome tse hapilweng. Kgosi ya Sodoma ya re ho Aborame: “Nkgutlisetse batho, o ipolokele thepa.” Empa Aborame a arabela kgosi ya Sodoma, a re: “Ke phahamisa letsoho, ke hlapanyetsa Morena, Modimo ya hodimodimo, Mmopi wa lehodimo le wa lefatshe; hore nke ke ka nka kgwele, leha e le leqhwele la seeta; le hore nke ke ka nka letho leo e leng la hao, esere wa re: Ke ruisitse Aborame. Nna ha ke nke letho, haese feela seo bahlankana ba se jeleng, le seabo sa banna ba neng ba ile le nna, e leng bo-Anere, le Eshekole, le Mamore. Bona ba ka nka seabo sa bona.” Hoba tsena di fete, lentswe la Morena la bua ho Aborame ponong, la re: “Se tshabe, Aborame! Ke thebe ya hao; moputso wa hao o tla ba moholo haholo.” Empa Aborame a re: “Oho, Morena Modimo, o tla nneang, ha e le moo ke tla shwa ke se na ngwana, mme mojalefa wa ntlo ya ka e le Eleesere wa Modamaseka?” Aborame a boela a re: “Bona, ha o a mpha ngwana, mme mohlanka ya tswaletsweng lapeng la ka e tla ba mojalefa wa ka.” Yaba Morena o bua ho yena, o re: “Tjhe, eo e ke ke ya eba mojalefa wa hao; mojalefa wa hao e tla ba mora ya tswang lethekeng la hao.” A mo nkela kantle mme a re ho yena: “Tadima lehodimong, mme o bale dinaledi, haeba o ka tseba ho di bala;” mme a re: “Ditloholo tsa hao di tla ba kaalo.” Aborame a dumela ho Morena, mme Morena a mmalla hoo e le ho loka. Yaba o re ho yena: “Ke nna Morena ya o ntshitseng Ure e naheng ya Bakalatiya, ho tla o nea naha ena hore e be ya hao.” Aborame a re: “Oho, Morena Modimo, ke tla tseba jwang hore ke tla e rua?” Yaba Morena o re ho yena: “Ntlisetse kgomo ya sethole e lemo di tharo, le podi e tshehadi e lemo di tharo, le pheleu e lemo di tharo, le leebana-kgorwana, le ledinyane la leeba.” A mo tlisetsa tsena kaofela, a di kgekgetha, a bea mokgekgetho ka mong o bapile le wa habo wona, empa dinonyana tsona a se ke a di kgekgetha. Manong a ubella dififi tsena, empa Aborame a a leleka. Ha letsatsi le eya madikelong, Aborame a fihlelwa ke sephume sa boroko, mme lefifi le tshabehang la mo aparela. Yaba Morena o re ho Aborame: “Tseba hore ditloholo tsa hao e tla ba bajaki naheng ya baditjhaba; di tla etswa makgoba teng, mme di tla hatellwa ka dilemo tse makgolo a mane. Empa ke tla ahlola setjhaba se tla di etsa makgoba, mme hamorao di tla tloha teng di ena le maruo a mangata. Ha e le wena o tla ikela ho bo-ntatao ka kgotso, mme o tla shwa hoba o phele halelele ka boiketlo. Moloko wa bone o tla kgutlela mona, hobane bokgopo ba Baamore ha bo eso phethehe.” Ha letsatsi le se le diketse, mme ho se ho fifetse haholo, ha hlaha sebopi se kubellang mosi, le kganare ya mollo; tsena tsa feta pakeng tsa mekgekgetho eo. Ka lona tsatsi leo Modimo a etsa selekane le Aborame, a re: “Ditloholo tsa hao ke tla di nea naha ena, ho tloha nokaneng ya Egepeta ho isa Nokeng e Kgolo, e leng ya Euferatese; le naha ya Bakene, le ya Bakenase, le ya Bakadamone, le ya Bahete, le ya Baperise, le ya Barefaime, le ya Baamore, le ya Bakanana, le ya Bagirigashe, le ya Bajebuse.” Sarai, mosadi wa Aborame, o ne a sa ka a mo tswalla bana, empa o ne a ena le lekgoba la mosadi eo e leng Moegepeta, le bitswang Hagare. Sarai a re ho Aborame: “Morena o ntlhokisitse thari; ka baka lena eya, o kene dikobong tsa lekgoba lena la mosadi, mohlomong ke tla ba le bana ka lona.” Aborame a dumela kopo ya Sarai. Kamora hoba Aborame a phele dilemo tse leshome naheng ya Kanana, Sarai, mohatsa hae, a nka Hagare, lekgoba la hae la mosadi eo e leng Moegepeta, a le nea Aborame ho ba mosadi wa hae. Aborame a kena dikobong tsa Hagare, mme Hagare ya eba moimana; jwale a qala ho nyedisa monga hae. Sarai a re ho Aborame: “Nyediso ena ke e etsetswa ka baka la hao! Ke nna ya o neileng lekgoba lena ho ba mosadi wa hao, empa haesale le hlokomela hore le ithwetse le a nnyedisa. A e ke e be Morena ya ahlolang pakeng tsa rona le wena!” Aborame a re ho Sarai: “Lekgoba leo la mosadi le matsohong a hao; etsa kamoo o ratang kateng ka lona.” Sarai a le hlorisa haholo, hoo le bileng la baleha. Lengeloi la Morena la fumana Hagare pela sediba se hara lehwatata, se tseleng e yang Shure, mme la re: “Hagare, lekgoba la Sarai, o tswa kae, o ya kae?” Hagare a arabela, a re: “Ke baleha monga ka, Sarai.” Empa lengeloi la Morena la re: “Kgutlela ho monga hao, mme o ikokobetse tlasa hae.” Lengeloi la Morena la boela la re ho yena: “Ke tla ngatafatsa ditloholo tsa hao haholo, hoo di ke keng tsa balwa ka baka la bongata.” Hape lengeloi la Morena la re ho yena: “Bona, o moimana, mme o tla tswala mora. O tla mo rea lebitso la Ishemaele, hobane Morena o utlwile matshwenyeho a hao. E tla ba monna ya kang tonki ya naha ka bohlaha, o tla lwantsha bohle, mme bohle ba tla mo lwantsha; o tla aha ka botjhabela ho bana babo bohle, a ba lwantshe.” Hagare a re lebitso la Morena ya neng a bua le yena ke “Modimo ya Bonang”, hobane o ne a re: “Na ke nnete ke hlile ke bone Modimo, mme ke ntse ke phela kamora pono eo ya ka?” Ka lebaka lena sediba sena sa bitswa Sediba sa Lakai-Roi. Se pakeng tsa Kadeshe le Berede. Hagare a tswalla Aborame mora, mme Aborame a rea mora eo a mo tswaletsweng ke Hagare lebitso la Ishemaele. Aborame o ne a ena le dilemo tse mashome a robedi a metso e tsheletseng ha Hagare a mo tswalla mora, Ishemaele. Ha Aborame a ena le dilemo tse mashome a robong a metso e robong, Morena a iponahatsa ho yena, a re: “Ke nna Modimo ya matla wohle; nkgahlise ka metsamao ya hao, mme o hloke kodi. Ke tla etsa selekane pakeng tsa rona le wena, mme ditloholo tsa hao di tla ngatafala haholo.” Yaba Aborame o itihela fatshe ka sefahleho, mme Modimo a bua le yena, a re: “Selekane sa rona le wena ke sena: o tla ba ntata letshwele la ditjhaba. Ha o sa tla hlola o bitswa Aborame; lebitso la hao e tla ba Aborahama, hobane ke tla o etsa ntata ditjhaba tse ngata. “Ke tla o fa bana ba bangata haholo; ho wena ho tla tswa ditjhaba, mme o tla tswala dikgosi. Ke tla tiisa selekane sa ka le wena, le ditloholo tsa hao, ka ho hlahlamana ha meloko ya tsona, e be selekane se sa feleng; ke be Modimo wa hao le wa ditloholo tsa hao. Naha eo o jakileng ho yona, naha yohle ya Kanana, ke tla o nea yona le ditloholo tsa hao, e be leruo la mehla yohle, mme ke tla ba Modimo wa tsona.” Modimo a boela a re ho Aborahama: “Wena o tla boloka selekane sa ka; wena le ditloholo tsa hao ka meloko ya tsona. Ke sena selekane se pakeng tsa rona le wena le ditloholo tsa hao, seo le tla se boloka; bohle ba batona ba lona ba tla bolotswa. Le tla bolotswa ka ho poma leeko, mme hona e tla ba letshwao la selekane se pakeng tsa rona le wena. Ngwana e mong le e mong wa hao e motona o tla bolotswa ha a ena le matsatsi a robedi; e mong le e mong e motona melokong yohle ya hao, le ya tswaletsweng tlung ya hao, le ya rekilweng ka tjhelete ho moditjhaba ya sa tswalaneng le wena. E, ho tla bolotswa ngwana ya tswaletsweng tlung ya hao, le ya rekilweng ka tjhelete ya hao. Selekane sa ka se tla ba nameng ya hao, e be selekane sa mehla yohle. Motho wa leqai, ya sa bolotswang ka ho pongwa leeko, o tla kgaolwa setjhabeng sa habo, hobane o sentse selekane sa ka.” Modimo a boela a re ho Aborahama: “Mosadi wa hao Sarai, o se hlole o mmitsa Sarai; lebitso la hae e tla ba Sara. Ke tla mo hlohonolofatsa, ke be ke o fe mora ka yena. Ke tla mo hlohonolofatsa; e tla ba mma ditjhaba, mme dikgosi tsa ditjhaba di tla tswa ho yena.” Aborahama a itihela fatshe ka sefahleho, a tsheha, mme a re ka pelong: “Na monna ya dilemo di lekgolo a ka tswala ngwana? Kapa na Sara a ka hlola a eba le ngwana a le dilemo di mashome a robong?” Yaba Aborahama o re ho Modimo: “Ishemaele a ke a o phelele!” Modimo a re: “Ruri, Sara mosadi wa hao, o tla o tswalla mora, mme o tla mo rea lebitso la Isaka. Ke tla etsa selekane sa rona le yena e le selekane sa mehla yohle, sa hae le sa ditloholo tsa hae. Ha e le tabeng ya Ishemaele, ke o mametse: bona, ke tla mo hlohonolofatsa, ke mo fe bana ba bangata, ke ba atise haholo. O tla tswala mahosana a leshome le metso e mmedi, mme ke tla mo etsa setjhaba se seholo. Empa ke tla tiisa selekane sa ka le Isaka, eo Sara a tla o tswalla yena isao, ka yona nako ena.” Hoba Modimo a qete ho bua le Aborahama, a nyoloha, a tloha ho yena. Jwale Aborahama a nka mora wa hae Ishemaele, le bana bohle ba lelapa la hae, le bohle ba rekilweng ka tjhelete ya hae, bohle ba batona ba ntlo ya Aborahama, a ba bolotsa ka lona letsatsi leo ka ho ba poma leeko, jwalokaha Modimo a ne a mo laetse. Aborahama o ne a ena le dilemo tse mashome a robong a metso e robong ha a bolla, mme mora wa hae Ishemaele yena a bolla ha a ena le dilemo tse leshome le metso e meraro. Ka lona letsatsi leo Aborahama le mora wa hae Ishemaele ba bolotswa; le banna bohle ba lelapa la hae, le ba tswaletsweng tlung ya hae, le ba rekilweng ka tjhelete ho baditjhaba, le bona ba bolotswa le yena. Morena a iponahatsa ho Aborahama a le difateng tsa eike, tsa Mamore, moo a neng a dutse monyako wa tente, ka nako eo letsatsi le neng le tjhesa haholo. A phahamisa mahlo, a tadima, mme a bona banna ba bararo ba eme pela hae. Yare ha a ba bona, a tloha monyakong wa tente, a mathela ho bona ho ba kgahlanyetsa. A fihla a itihela fatshe, a re: “Morena wa ka, haeba kajeno o nkgauhetse, ke a o rapela, o se ke wa feta ha mohlanka wa hao. A ho ke ho tliswe metsinyana, le hlatswe maoto a lona, le phomole tlasa sefate. Ke sa ilo le batlela sengwathwana sa bohobe, le tle le thobe pelo tsa lona, ebe jwale le a feta, hobane le fapohetse ha mohlanka wa lona.” Yaba ba re: “Etsa jwalokaha o boletse.” Aborahama a potlakela ho Sara, ka tenteng, a re: “Phakisa o nke dirotwana tse tharo tsa phofo e thumisehileng, o e dube, o etse maqebekwane.” Jwale Aborahama a mathela mohlapeng wa dikgomo, a kgetha namane e nonneng, e nama e bonojwana, mme a e nea mohlanka; yena a e hlaba ka potlako. A nka sereledi le lebese la motsididi, le nama ya namane e phehilweng hantle, tsena a di bea kapele ho bona; yena a ema pela bona, tlasa sefate, ha ba ntse ba eja. Yaba ba re ho Aborahama: “Mosadi wa hao Sara o kae?” A araba, a re: “O ka tenteng.” Morena a re ho yena: “Ke tla boela ke o etela hape isao, ka yona nako ena, mme bona, mosadi wa hao Sara o tla be a se a ena le mora.” Sara o ne a ntse a utlwa, a eme monyakong wa tente, kamorao ho bona. Aborahama le Sara ba ne ba se ba hodile, ditshiu di ile, mme Sara o ne a se a sa kgelohe. Sara a tshehela ka pelong, a re: “Ha ke se ke tsofetse tjee, le monna wa ka a tsofetse, na nka ba le thabo e jwalo?” Morena a re ho Aborahama: “Sara o tshehelang, ha a re: Nna ruri nka tswala ngwana, ke se ke tsofetse tjee?>*** Na ho na le se ka sitang Morena? Isao, ka yona nako ena, ke tla boela ke o etela, mme Sara o tla be a se a ena le mora.” Empa Sara a latola, a re: “Ha ke a ka ka tsheha;” a rialo hobane o ne a tshaba. Morena a re: “Tjhe, o ile wa tsheha.” Jwale banna bao ba ema, ba tloha moo, ba leba nqa Sodoma. Aborahama a ba felehetsa, ho ba fihlisa tseleng. Morena a re: “Na ebe nka patela Aborahama seo ke leng lekgatheng la ho se etsa, ha e le moo Aborahama e tla ba setjhaba se seholo, se matla, mme le ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tla hlohonolofatswa ka yena? Nke ke! Hobane ke mo kgethile hore a tle a laele bana ba hae le lelapa la hae ho tsamaya ka tsela ya Morena ka ho etsa tse lokileng, le ho sebetsa ka toka; e le hore Morena a tle a phethe tseo a di tshepisitseng Aborahama.” Yaba Morena o re: “Sello se qosang Sodoma le Gomora se seholo, mme le sona sebe sa metse eo se seholo haholo! Ke tla theohela teng ho ya bona hore na ba entse kamoo sello se fihlang ho nna se leng kateng, mme haeba ho se jwalo, ke tla tseba.” Banna bao ba tloha moo ba leba nqa Sodoma, empa Aborahama a sala a eme kapela Morena. Jwale Aborahama a atamela, a re: “Na o tla hlo timetse ba lokileng mmoho le ba kgopo? Ere mohlomong ho na le ba mashome a mahlano ba lokileng motseng oo, na o tla o timetsa, ho ena le ho o hauhela ka baka la bao ba mashome a mahlano ba phelang ho wona? Kgopolo e jwalo, ya ho bolaya ba lokileng le ba kgopo, e ke e be hole le maikutlo a hao! Ho be siyo maikutlong a hao ho tshwantsha ba lokileng le ba kgopo! Na Moahlodi wa lefatshe lohle a ke ke a ahlola ka toka?” Morena a re: “Haeba nka fumana motseng wa Sodoma ho ena le ba mashome a mahlano ba lokileng, ke tla o tshwarela kaofela ka baka la bona.” Aborahama a boela a re: “Ako bone! Ke bile sebete ho bua le Morena, le hoja ke le lerole le molora feela. Ere ho haella ba bahlano, ho phetha palo ya mashome a mahlano a ba lokileng, na o tla timetsa motse oo ka baka la ba bahlano bao ba haellang?” Morena a araba, a re: “Haeba nka fumana ba mashome a mane a metso e mehlano, ha nka ke ka o timetsa.” Aborahama a boela a bua le yena hape, a re: “Mohlomong ho fumanwa ba mashome a mane!” Morena a re: “Ka baka la bao ba mashome a mane ha nka ke ka etsa jwalo.” Yaba Aborahama o re: “Morena a se ke a mpa a halefa, ke tle ke tsebe ho bua. Mohlomong ho fumanwa ba mashome a mararo!” Morena a re: “Haeba nka fumana ba mashome a mararo teng, nke ke ka etsa jwalo.” Aborahama a re: “Ako bone! Ke bile sebete ho bua le Morena. Ere mohlomong ho ka fumanwa ba mashome a mabedi teng?” Morena a araba, a re: “Ka baka la bao ba mashome a mabedi ha ke na ho o timetsa.” Yaba Aborahama o re: “Oho, Morena a se ke a mpa a halefa hle, ke mpe ke bue la ho qetela. Teng haeba ho ka fumanwa ba leshome?” Morena a araba, a re: “Ka baka la bao ba leshome nke ke ka o timetsa.” Hoba Morena a qete ho bua le Aborahama, yaba o a itsamaela, mme Aborahama a kgutlela ha hae. Mangeloi ao a mabedi a fihla Sodoma ka phirimana, mme Lota o ne a dutse kgorong ya motse wa Sodoma. Yare ha Lota a a bona, a ema, a ya a kgahlanyetsa, a fihla a itihela fatshe ka sefahleho. Yaba o re: “Benghadi ba ka, ke a le rapela, fapohelang tlung ya mohlanka wa lona, le robaletse, le itlhatswe maoto, le tle le tsohe ka madungwadungwana, le tswele pele leetong la lona.” Mangeloi a re: “Tjhe, re tla ithoballa mabaleng a motse.” Empa a a pheella ka matla, mme a fapohela ho yena, a kena tlung ya hae. A a lokisetsa dijo, a a phehela bohobe bo sa lomoswang, mme a eja. Empa yare ho eso robalwe, banna ba motse, banna ba Sodoma, bahlankana le maqheku, banna bohlebohle, ba etsetsa ntlo sakanalankope. Ba howeletsa Lota, ba re: “Banna bale ba fihlileng ha hao phirimaneng ye ba kae? Ba tlise kwano ho rona, re tlo ba ja maotwana!” Lota a tswa monyako, a kwala lemati, a ya ho banna ba kantle, mme a re: “Ke a le rapela, bana beso; se keng la etsa bokgopo bo tjena. Bonang, ke na le baradi ba babedi, ba eso robale le monna; ha ke mpe ke le tlisetse bona, le etse seo le se ratang ka bona. Feela banna bana bona le se ke la ba etsa letho, hobane ba tshireletsong ya ka.” Empa banna ba Sodoma ba re: “Suthela kwana!” Yaba ba re: “Mothwana enwa ke mojaki feela, empa o rata ho re laela! O rata ho ba moahlodi! Jwale re tla o etsa hampe le ho feta bona!” Ba etsa senkgome hodima Lota, mme ba atamela hore ba robe lemati. Empa banna ba ka tlung ba nanabetsa matsoho a bona, ba hulela Lota ka tlung ho bona, ba kwala lemati. Yaba ba foufatsa banna ba neng ba le monyako wa ntlo, ba banyenyane le ba baholo, hoo ba bileng ba kgathala ke ho nna ba phopholetsa hore na lemati le hokae. Jwale banna bao ba re ho Lota: “Na o na le ba bang moo: bakgwenyana, bara, baradi, kapa mang le mang wa heno ya motseng oo? Ba ntshe sebakeng sena, hobane re lekgatheng la ho se timetsa! Sello se qosang motse ona se seholo kapele ho Morena, mme Morena o re rometse ho tla o timetsa!” Lota a tswa, a ya bua le bakgwenyana ba hae, ba nkileng baradi ba hae, a re: “Tsohang, le tswe motseng ona, hobane Morena o lekgatheng la ho o timetsa!” Empa bakgwenyana ba bona eka o a swaswa. Yare ha mafube a hlaha, mangeloi a pheella Lota, a re: “Tsoha, o nke mosadi wa hao, le baradi ba hao ba babedi, ba leng teng mona, o balehe; esere wa timela ha motse ona o otlwa.” Empa a dikadika; kahoo banna bao ba mo hula ka letsoho, mmoho le mosadi wa hae le baradi ba hae ba babedi, hobane Morena o ne a mo hauhetse. Ba mo ntshetsa kantle ho motse. Ha ba se ba ba ntsheditse kantle, ba re ho bona: “Balehang le ipholose! Le se ke la hetla, kapa la ema kae kapa kae hara phula. Le balehele thabeng, ho seng jwalo le tla timela!” Lota a re: “Ho se be jwalo, hle, Morena wa ka. Mohlanka wa hao o fumane mohau ho wena, mme o nkgauhetse haholo ka ho mpholosa. Empa ke sitwa ho balehela thabeng, esere koduwa ya mphumana, mme ka shwa. Bona, motse ono o haufi hoo nka balehelang ho wona, o bile o monyenyane. A nke ke balehele ho wona hle! Na ha o monyenyane, hore ke tle ke pholohe?” Morena a re ho yena: “Bona, le tabeng ena ke o mametse; ha ke na ho timetsa motse oo o buileng ka wona. Potlaka, o balehele ho wona, hobane nke ke ka etsa letho, ho fihlela o fihla moo.” Ke ka baka lena motse oo o ileng wa bitswa Soware. Letsatsi le ne le se le tjhabile ha Lota a fihla Soware. Morena a nesetsa sebabole le mollo hodima Sodoma le Gomora, di etswa ho Morena, mahodimong. A ripitla metse eo, le phula yohle, le baahi bohle ba metse eo, le dimela tsohle tse metseng teng. Empa mosadi wa hae, ya neng a mo setse morao, a hetla, mme a fetoha tshiya ya letswai. Aborahama a tsoha ka madungwadungwana, a ya sebakeng seo a neng a eme ho sona ha a le kapela Morena. A tadima nqa Sodoma le Gomora, le nqeng tsohle tsa phula, mme a bona mosi o foqoha fatshe jwaloka mosi wa sebopi. Ha Modimo a ripitla metse eo e phuleng, Modimo a hopola Aborahama; a ntsha Lota koduweng eo, ha a ne a ripitla metse eo Lota a neng a ahile ho yona. Lota a nyoloha Soware, a ya aha dithabeng le baradi ba hae ba babedi, hobane o ne a tshaba ho aha Soware; yaba o phela lehaheng le baradi ba hae ba babedi. Moradi e moholo a re ho e monyenyane: “Ntata rona o se a tsofetse, mme ha ho na monna lefatsheng ya ka kenang dikobong tsa rona ka mokgwa wa batho ba lefatshe lohle. Tloo, re nwese ntata rona veine, re tle re robale le yena, re tsose leloko ka ntata rona.” Bosiung boo ba nwesa ntata bona veine; moradi e moholo a kena, mme a robala le ntatae. Yena ha a a ka a tseba ha moradi wa hae a kena dikobong, leha a tsoha. Ka letsatsi le hlahlamang e moholo a re ho e monyenyane: “Bona, bosiung ba maobane ke ile ka robala le ntate. Bosiung bona a re mo nwese veine hape, o tle o kene, o yo robala le yena, re tle re tsose leloko ka ntata rona.” Le bosiung bona boo ba nwesa ntata bona veine; moradi e monyenyane a kena, mme a robala le ntatae. Yena ha a a ka a tseba ha moradi wa hae a kena dikobong, leha a tsoha. Yaba baradi ba Lota, ka bobedi ba bona, e ba baimana ka ntata bona. E moholo a tswala ngwana wa moshanyana, a mo rea lebitso la Moabe. Ke yena ntata ba bitswang Bamoabe le kajeno. E monyenyane le yena a tswala ngwana wa moshanyana, a mo rea lebitso la Bene-Ami. Ke yena ntata ba bitswang Baamone le kajeno. Ho tloha moo Aborahama a fallela naheng e ka nqa borwa, a aha dipakeng tsa Kadeshe le Shure, a jaka Gerare. Kaha Aborahama a ne a ye a re mosadi wa hae, Sara, ke kgaitsedi ya hae, kahoo Abimeleke, kgosi ya Gerare, a romela maqosa ho nka Sara. Empa Modimo a etela Abimeleke ka toro, bosiu, a re ho yena: “Bona, o lekgatheng la ho shwa ka baka la mosadi eo o mo nkileng, hobane ke mosadi wa motho.” Abimeleke o ne a eso kene dikobong tsa hae; jwale a re: “Morena, na o tla bolaya batho ba se nang molato? Na hase yena ya ileng a re ho nna: Ke kgaitsedi ya ka? Le yena mosadi a re: Ke ngwaneso? Nna ke entse hona ka letswalo le kgutsitseng, le ka matsoho a se nang molato.” Modimo a re ho yena torong eo: “E, ke a tseba hore hona o ho entse ka tswalo le kgutsitseng, mme ke nna ya ileng a o thibela hore o se ke wa ntshitelwa. Ka baka leo, ha ke a ka ka o dumella hore o mo ame. Jwale he, kgutlisa mosadi enwa wa motho, hobane monna wa hae ke moporofeta, o tla o rapella, mme o tla phela. Empa haeba o sa mo kgutlise, tseba hore ruri o tla shwa, wena le bohle ba heno.” Yaba Abimeleke o tsoha ka madungwadungwana, o bitsa bahlanka ba hae bohle, o ba bolella tsena tsohle. Banna bao ba tshoha haholo. Jwale Abimeleke a bitsa Aborahama, a re ho yena: “Ke eng ee, eo o e entseng ho rona? Ke o sitetswe ka eng, hore ebe o tliseditse nna, le mmuso wa ka, sebe se seholo hakaale? O nketseditse dintho tse sa tshwanelang ho etswa.” A boela a re ho Aborahama: “O ne o hopotse eng, ha o tla etsa ntho ee?” Aborahama a re: “Ke e entse hobane ke ne ke nahana hore sebakeng sena Modimo ha a tshajwe, mme ba tla mpolaya ka baka la mosadi wa ka. Le hona e hlile e ntse e le kgaitsedi ya ka; ke moradi wa ntate, feela hase moradi wa mme, mme e ile ya eba mosadi wa ka. Jwale eitse ha Modimo a etsa hore ke falle tlung ya ntate, ka re ho mosadi: Molemo oo o tla nketsetsa wona ke ona: hohle moo re fihlang teng, ha o bua ka nna, o no re: Enwa ke kgaitsedi ya ka! ” Yaba Abimeleke o nka mehlape ya dinku le ya dikgomo, le makgoba a banna le a basadi, a di nea Aborahama, a mo kgutlisetsa mosadi wa hae, Sara. Abimeleke a re: “Bona, naha ya ka ke eo; ikgahele moo o ratang teng.” Ho Sara a re: “Bona, ke neile ngwaneno silefera e etsang boima ba dikilo tse leshome le motso o mong le halofo; hona ke ho o hlomphisa bohle ba nang le wena, mme mahlong a bohle o lokafaditswe.” Yaba Aborahama o rapela Modimo, mme Modimo a fodisa Abimeleke le mosadi wa hae, le makgoba a basadi, mme ba tswala bana. Modimo o ne a kwetse dipopelo tsa ba lelapa la Abimeleke ka baka la Sara, mosadi wa Aborahama. Morena a etela Sara jwalokaha a ne a boletse, mme Morena a mo etsetsa jwalokaha a ne a mo tshepisitse. Sara a ithwala, a tswalla Aborahama mora boqhekung ba hae, ka nako eo Modimo a neng a buile ho yena ka yona. Aborahama a rea mora eo a mo tswaletsweng ke Sara lebitso la Isaka. Aborahama a bolotsa mora wa hae Isaka ha a ena le matsatsi a robedi, jwalokaha Modimo a ne a mo laetse. Ha mora wa hae Isaka a tswalwa, Aborahama o ne a ena le dilemo tse lekgolo. Sara a re: “Morena o nketseditse letsheho; e mong le e mong ya utlwang o tla ntsheha.” A boela a re: “Ke mang ya neng a ka re ho Aborahama: Sara o tla ke a nyantshe bana? Empa ke mo tswaletse mora boqhekung ba hae.” Ngwana a hola, a ba a kgweswa, mme Aborahama a etsa pitiki e kgolo mohla ngwana a kgweswang. Sara a bona mora eo Aborahama a mo tswaletsweng ke Hagare wa Moegepeta a ntse a tsheha Isaka ka mokgwa o somang. Kahoo a re ho Aborahama: “Leleka mosadi enwa wa lekgoba le mora wa hae, hobane mora wa mosadi enwa wa lekgoba e ke ke ya eba mojalefa le mora wa ka Isaka.” Ntho ena ya utlwisa Aborahama bohloko haholo, ka baka la mora wa hae. Empa Modimo a re ho Aborahama: “O se ke wa utlwa bohloko ka baka la moshanyana, le ka baka la mosadi wa hao wa lekgoba. Mamela tsohle tseo Sara a o bolellang tsona, hobane ke ditloholo tsa Isaka tse tla bitswa bana ba hao. Le ka yena mora wa mosadi wa lekgoba ke tla etsa setjhaba, hobane ke ngwana wa hao.” Yaba Aborahama o tsoha ka madungwadungwana, o nka bohobe, le lekuka la metsi; o di nea Hagare ka ho di bea hodima lehetla la hae, a mo leleka mmoho le moshanyana. Yena a tsamaya, a nna a lelera lehwatateng la Beeresheba. Ha metsi a ka lekukeng a se a fedile, yaba Hagare o bea moshanyana katlasa sehlahla se seng. Jwale a tloha, a ya dula a lebane le yena, a le bohole bo lekanang le ba ho beba ha motsu wa seqha ha o betswa, hobane o ne a re: “Ha ke rate ho bona ha moshanyana a eshwa.” Ha a ntse a dutse malebana le yena jwalo, moshanyana a bokolla habohloko. Yaba Modimo o utlwa lentswe la moshanyana, mme lengeloi la Modimo la howeletsa Hagare le le lehodimong, la re ho yena: “O tshwenngwa keng, Hagare? Se tshohe, hobane Modimo o utlwile lentswe la moshanyana moo a leng teng. Phahama, o emise moshanyana, o mo tshware ka letsoho, hobane ke tla mo etsa setjhaba se seholo.” Jwale Modimo a tutubolla mahlo a Hagare, yaba o bona sediba; a ya ho sona, a tlatsa lekuka ka metsi, a le nea moshanyana, a nwa. Modimo a ba le moshanyana, mme a hola; a phela lehwatateng, ya eba setsebi sa ho fula ka seqha. A aha lehwatateng la Parane, mme mmae a mo nyadisa mosadi ya tswang naheng ya Egepeta. Ka yona nako eo, Abimeleke le Pikole, molaodi wa mabotho a hae, ba bua ho Aborahama, ba re: “Modimo o na le wena dinthong tsohle tseo o di etsang. Ka baka leo he, ntlhapanyetse mona ka lebitso la Modimo, hore nna, le bana ba ka, le ditloholo tsa ka, wena o ke ke wa re etsetsa bolotsana; le hore ho ya kamoo ke o hauhetseng kateng, le wena o tla nkgauhela, esita le yona naha eo o jakileng ho yona.” Aborahama a re: “Ke a hlapanya.” Yare ha Aborahama a ipelaetsa ho Abimeleke ka baka la sediba seo bahlanka ba Abimeleke ba mo amohileng sona ka dikgoka, Abimeleke a re: “Ha ke tsebe hore na ke mang ya entseng ntho ena. Ha o eso ka o mpolella yona, le ho e utlwa ke qala ho e utlwa kajeno.” Yaba Aborahama o nka mehlape ya dinku le ya dikgomo, o e nea Abimeleke, mme banna bao ba babedi ba etsa selekane. Aborahama a kgetha le dikonyana tse supileng, tse tshehadi, mohlapeng wa hae, a di beela kathoko. Abimeleke a re ho Aborahama: “Dikonyana tsee tse supileng, tse tshehadi, tseo o di kgethetseng kathoko, di bolela eng?” Aborahama a re: “Dikonyana tsena tse supileng tse tshehadi, o tla di amohela di etswa matsohong a ka, e be bopaki ba hore sediba sena se tjhekilwe ke nna.” Ka baka leo, sebaka seo sa bitswa Beeresheba, hobane ke moo bobedi ba bona ba ileng ba hlapanyetsana teng. Ba etsa selekane Beeresheba jwalo. Yaba Abimeleke le Pikole, molaodi wa mabotho a hae, ba a tsamaya, ba kgutlela naheng ya Bafilesita. Aborahama a lema sefate sa tamarisika moo Beeresheba, mme hona teng a rapela Morena, Modimo wa mehla yohle. Aborahama a jaka naheng eo ya Bafilesita ka ditshiu tse ngata. Hoba tsena di fete, Modimo a leka Aborahama, a re ho yena: “Aborahama!” Yena a re: “Ke nna enwa.” Modimo a re: “Jwale nka mora wa hao ya mong feela, eo o mo ratang, Isaka, o ye naheng ya Moria, mme ka yena o etse sehlabelo sa setjheso, hodima e nngwe ya dithaba, eo ke tla o supisa yona.” Aborahama a tsoha ka madungwadungwana, a qhaneha tonki ya hae, a nka ba babedi ba bahlanka ba hae, le mora wa hae, Isaka. A ratha patsi ya setjheso, a nto tsamaya ho ya sebakeng seo Modimo a mmoleletseng sona. Ka letsatsi la boraro, ha Aborahama a phahamisa mahlo, a bonela sebaka seo hole. Aborahama a re ho bahlanka ba hae: “Lona salang mona le tonki. Nna le moshanyana re tla ya mose mane, re yo kgumamela Modimo, ebe re kgutlela ho lona hape.” Yaba Aborahama o nka patsi ya setjheso, o e jarisa mora wa hae Isaka; yena a nka mollo le thipa, ba tsamaya mmoho ba babedi. Isaka a bua le ntatae Aborahama, a re: “Ntate!” Aborahama a re: “Ke nna enwa, ngwana ka.” Yaba o re: “Mollo le patsi ke tsena; jwale konyana ya sehlabelo sa setjheso e kae?” Aborahama a araba, a re: “Ngwana ka, Modimo o tla bona, a ipatlele konyana ya sehlabelo sa setjheso.” Yaba ba ntse ba tsamaya mmoho ba babedi. Ba fihla sebakeng seo Modimo a ileng a mmolella sona. Aborahama a haha aletare hona teng, a bea patsi hantle; yaba o tlama mora hae Isaka, o mmea hodima aletare, kahodima patsi. Jwale Aborahama a otlolla letsoho la hae, a nka thipa ho hlaba mora wa hae. Empa lengeloi la Morena la howeletsa le le lehodimong, la re: “Aborahama! Aborahama!” Yaba o re: “Ke nna enwa.” La re: “O se ke wa isa letsoho la hao ho moshanyana; o se ke wa mo etsa letho, hobane jwale ke a tseba hore o tshaba Modimo, ha o sa ka wa nkganela ka mora wa hao ya mong feela.” Aborahama a phahamisa mahlo, mme a tadima, a bona pheleu kamora hae, dinaka tsa yona di tshwasitswe sehlahleng. Aborahama a ya, a nka pheleu, mme a etsa sehlabelo sa setjheso ka yona, bakeng sa mora wa hae. Aborahama a rea sebaka seo lebitso la Morena o tla Bona, mme le kajeno ho sa ntse ho thwe: “Thabeng, Morena o tla bona.” Lengeloi la Morena la howeletsa Aborahama kgetlo la bobedi, le ntse le le lehodimong, mme la re: “Morena o re: Ke ikanne ka bonna, hore kaha o entse ntho ena, o sa ka wa nkganela ka mora wa hao ya mong feela, ruri ke tla o hlohonolofatsa haholo, ditloholo tsa hao ke di ngatafatse jwaloka dinaledi tsa lehodimo, le jwaloka lehlabathe le lebopong le lewatle. Ditloholo tsa hao di tla hapa metse ya dira tsa tsona. Ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tla hlohonolofala ka ditloholo tsa hao, hobane o mametse lentswe la ka. ” Jwale Aborahama a kgutlela ho bahlanka ba hae; ba tsamaya hammoho ho kgutlela Beeresheba, mme a aha teng. Aborahama a tsebiswa, ha thwe: “Bona, Mileka le yena o tswaletse moena hao, Nakore, bana. Wa matsibolo ke Use, le Buse moena hae, le Kemuele, ntata Arame; le Kesede, le Haso, le Piladashe, le Jidalafa, le Bethuele. Bethuele a tswala Rebeka, mme ba robedi bana ke bao Mileka a ba tswaletseng Nakore moena wa Aborahama. Mosadi wa hae wa lefielo, ya bitswang Reuma, le yena a tswala Teba, le Gahame, le Tahashe, le Maaka.” Sara o ile a phela dilemo tse lekgolo le mashome a mabedi a metso e supileng; tsena ke dilemo tsa bophelo ba Sara. Sara a shwela Kiriate-Areba e leng Heborone, naheng ya Kanana. Aborahama a ya mo aparela bofifi, a mo llela. Aborahama a siya mofu wa hae, a ya bua le Bahete, a re: “Ke molata le mojaki hara lona; mpheng setsha sa mabitla, ke tle ke yo epela mofu wa ka ho sona.” Bahete ba araba Aborahama, ba re: “Ako re mamele, monghadi. O kgosana e matla hara rona; epela mofu wa hao lebitleng le letleletle hara mabitla a rona. Ha ho le ya mong wa rona ya tla o hanela ka lebitla, ho epela mofu wa hao.” Aborahama a ema, a isa hlompho ho Bahete, beng ba naha. A bua le bona, a re: “Haeba le utlwisisa hore ke yo epela mofu wa ka, mmameleng he. Nkopeleng Eferone, mora wa Sohara, hore a nnee lehaha la Makapela, leo e leng la hae, le sebakeng seo tshimo ya hae e fellang ho sona. A ke a nnee lona moo lona le leng teng, ka theko e lokelang, e be setsha sa ka sa mabitla.” Eferone o ne a dutse hara Bahete, mme Eferone wa Mohete a araba Aborahama moo Bahete bohle ba neng ba le kgotla, kgorong ya motse, ba ntseng ba utlwa, a re: “Tjhe, monghadi, ako mmamele. Ke o nea tshimo eo, ke o nea le lehaha le ho yona; ke a nea lona mo setjhaba sa heso se leng teng. Epela bafu ba hao.” Aborahama a isa hlompho ho beng ba naha, mme a bua ho Eferone, moo beng ba naha ba ntseng ba utlwa, a re: “Haeba o rata ha ke e reka, ako mmamele hle. Ke tla reka tshimo eo ka tjhelete; e amohele, mme ke tla epela bafu ba ka ho yona.” Eferone a araba Aborahama, a re: “Monghadi, ako mmamele. Tshimo eo theko ya yona e leng silefera e etsang boima ba dikilo tse nne le halofo, hoo ke eng ho rona le wena? Epela bafu ba hao.” Aborahama a dumellana le Eferone, mme a mo lekanyetsa silefera eo a ileng a e bolela moo Bahete ba ntseng ba utlwa, e leng silefera e etsang boima ba dikilo tse nne le halofo, ho ya ka boima bo neng bo sebediswa ke bahwebi. Tshimo ya Eferone e Makapela e pela Mamore, ke hore tshimo le lehaha le neng le le ho yona, le difate tsohle tse neng di le tshimong ka bonamo ba yona, tsena tsa neelwa Aborahama hore e be leruo la hae. Hona ha etswa moo Behete bohle, ba neng ba le kgotla, kgorong ya motse wa Hete, ba ntseng ba bona. Kamora tsena Aborahama a epela mosadi wa hae Sara ka lehaheng la tshimo ya Makapela, e pela Mamore, e leng Heborone e naheng ya Kanana. Tshimo le lehaha le ho yona, tsa newa Aborahama ke Bahete, hore e be setsha sa hae sa mabitla. Aborahama o ne a se a tsofetse, a atetswe ke ditshiu, mme Morena o ne a mo hlohonolofaditse dinthong tsohle. Jwale Aborahama a re ho mohlanka wa hae, ya sebeditseng tlung ya hae halelele ho feta bohle, ya neng a okamela tsohle tseo a nang le tsona: “Ako bee seatla sa hao katlasa serope sa ka, ke tle ke o hlapantshe ka Morena, Modimo wa lehodimo le Modimo wa lefatshe, hore o ke ke wa nkela mora wa ka mosadi ho baradi ba Bakanana bao ke ahileng hara bona, empa o tla ya naheng ya heso, le ho bang ka nna, mme o nkele mora wa ka Isaka, mosadi teng.” Yaba mohlanka o re ho yena: “Mohlomong mosadi eo a ke ke a dumela ho tla le nna naheng ena; na jwale ke tla tshwanela ho kgutlisetsa mora wa hao naheng eo o tswang ho yona na?” Aborahama a re ho yena: “Hlokomela hore o se ke wa kgutlisetsa mora wa ka moo. Morena, Modimo wa lehodimo, ya ileng a ntlosa tlung ya ntate le naheng eo ke ileng ka tswallwa ho yona, o ne a bue le nna, mme a ntlhapanyetsa, a re: Ditloholo tsa hao ke tla di nea naha ena. Ke yena ya tla romela lengeloi la hae ho o etella pele, mme o tla nkela mora wa ka mosadi hona teng. Empa haeba mosadi eo a sa rate ho tla le wena, e tla ba wena o lokolohile kanong ena eo o nketseditseng yona; feela ha e le mora wa ka, o se ka wa mo kgutlisetsa moo.” Yaba mohlanka o bea seatla sa hae katlasa serope sa Aborahama, monga hae, mme a mo hlapanyetsa tabeng ena. Jwale mohlanka a nka dikamele tse leshome dikameleng tsa monga hae, mme a tsamaya a nkile mefuta yohle ya dintho tsa bohlokwa tsa monga hae. A ya Mesopotamia, motseng wa Nakore. A kgumamisa dikamele kantle ho motse, pela sediba, mantsiboya, e leng nako eo basadi ba kgang metsi ka yona. Yaba o re: “Morena Modimo wa monga ka Aborahama, ako nkatlehise kajeno, ke a o rapela, o hauhele monga ka Aborahama. Bona, ke eme pela sediba, mme baradi ba batho ba motse ona ba tla tla ho kga metsi. Ho ke ho etsahale hore morwetsana eo ke tla re ho yena: Ako role nkgo ya hao ke nwe, ebe o re ho nna: Nwa, mme ke tla nwesa le dikamele tsa hao, e be yena eo o mo kgethetseng mohlanka wa hao Isaka. Ka hona ke tla tseba hore o hauhetse monga ka.” Yare a eso qete ho bua, Rebeka, moradi wa Bethuele ya tswetsweng ke Mileka, mosadi wa Nakore, moena wa Aborahama, a hlaha a beile nkgo lehetleng. Morwetsana enwa o ne a le motle haholo, a eso dihuwe letswele. A theohela sedibeng, a tlatsa nkgo ya hae, a nyoloha. Yaba mohlanka o mathela ho yena ho mo kgahlanyetsa, o re: “Ke a o rapela, ako mphe metsinyana nkgong ya hao ke nwe.” Morwetsana a re: “Nwa, monghadi,” mme a phakisa a theola nkgo ya hae lehetleng, a mo nwesa. Ha morwetsana a qetile ho mo fa metsi hore a nwe, a re: “Ke tla kgella le dikamele tsa hao, ho fihlela le tsona di kgotswe.” A phakisa a tshollela metsi a ka nkgong ya hae senwellong sa diphoofolo, a boela a mathela sedibeng ho kga metsi, mme a kgella dikamele tsa hae kaofela. Monna eo a mo shebisisa a kgutsitse, ho ithuta hore na Morena o atlehisitse leeto la hae kapa tjhe. Yare hoba dikamele di qete ho nwa, monna eo a nka lesale la kgauta le etsang boima ba dikeramo tse hlano le halofo, le dipetja tsa kgauta tse pedi tsa matsohong, tse etsang boima ba dikeramo tse lekgolo le leshome. Yaba o re: “O moradi wa mang? Ako mpolelle hle. Na tlung ya ntatao re ka fumana sebaka sa ho robala?” Morwetsana a mo araba, a re: “Ke moradi wa Bethuele, ya tswetsweng ke Mileka, le Nakore.” A boela a re ho yena: “Re na le seteroi le furu e lekaneng, le moo le ka robalang teng.” Yaba monna eo o a inama, o kgumamela Morena, o re: “Ho bokwe Morena, Modimo wa monga ka Aborahama, ya sa kang a lebala mohau wa hae le botshepehi ba hae ho monga ka. Ha e le nna, Morena o ntsamaisitse tseleng e nkisang tlung ya bana babo monga ka.” Jwale morwetsana, a matha, a ya bolella ba ntlo ya mmae tsena. Rebeka o ne a ena le kgaitsedi ya hae, e bitswang Labane; yaba Labane o mathela ho monna eo ya sedibeng. Ha Labane a bona lesale le dipetja tse matsohong a kgaitsedi ya hae, mme a utlwa mantswe a kgaitsedi ya hae, Rebeka, ha a re: “Monna eo o buile tjena le tjena ho nna,” a ya ho monna eo; a mo fumana a eme pela dikamele, sedibeng. Labane a re: “Kena, wena ya hlohonolofaditsweng ke Morena; o emetseng kantle? Ke se ke o lokiseditse ntlo le sebaka sa dikamele.” Monna eo a kena ka tlung. Labane a qhanolla dikamele, a di fa seteroi le furu; a fa monna eo metsi ho hlatswa maoto a hae le ho hlatswa maoto a banna ba neng ba ena le yena. Yaba ho bewa dijo kapele ho yena, hore a je, empa yena a re: “Ha nka ke ka ja ke eso bolele ditaba tsa ka.” Labane a re: “Bua.” Yaba o re: “Ke mohlanka wa Aborahama. Morena o hlohonolofaditse monga ka haholo, o mo entse hore e be morui. O mo file mehlape ya dinku le ya dikgomo, le silefera le kgauta, le bahlanka le makgabunyane, le dikamele le ditonki. Sara, mohatsa monga ka, o ile a tswalla monga ka mora boqhekung ba hae, mme monga ka o neile mora enwa tsohle tseo a nang le tsona. Jwale o ile a ntlhapantsha, a re: O se ke wa nkela mora wa ka mosadi ho baradi ba Bakanana, bao ke ahileng naheng ya bona. O tla ya tlung ya ntate le ho bang ka nna, mme o nkele mora wa ka mosadi. “Yaba ke re ho monga ka: Mohlomong mosadi eo a ke ke a dumela ho tla le nna. “Empa yena a re ho nna: Morena eo ke mo kgahlisang ka metsamao ya ka, o tla roma lengeloi la hae le tsamaye le wena, mme a atlehise leeto la hao. O tla nkela mora wa ka mosadi ho bang ka nna, tlung ya ntate. Jwale e tla ba o lokolohile kanong ya hao, ha o ka fela wa fihla ho bang ka nna. Le teng haeba ba sa o nee mosadi eo, e tla ba o lokolohile kanong ya hao. “Kajeno ha ke fihla sedibeng ke ile ka re: Morena, Modimo wa monga ka Aborahama, haeba jwale o ka atlehisa leeto la ka, ho ke ho etsahale tjena. Ke eme sedibeng mona. Ha morwetsana a ka tla ho kga metsi, ke tla re ho yena: Ako mphe metsinyana nkgong ya hao, ke nwe. Ha a ka re: Nwa, mme ke tla kgella le dikamele tsa hao, e tla ba ke yena mosadi eo Morena a mo kgethetseng mora wa monga ka. “Yare ke eso qete ho bua ka pelong ya ka, ka bona Rebeka a etla, a beile nkgo lehetleng la hae, mme a theohela ka sedibeng, a kga metsi. Yaba ke re ho yena: Ke a o rapela, ako mphe metsi ke nwe. “A phakisa a theola nkgo ya hae lehetleng, mme a re: Nwa, mme ke tla nwesa le dikamele tsa hao. Ka nwa, mme a nwesa le dikamele. “Ka nto mmotsa, ka re: O moradi wa mang? “A araba, a re: Ke moradi wa Bethuele, ya tswetsweng ke Nakore le Mileka. “Yaba ke mo rwesa lesale nkong, le dipetja matsohong. Jwale ka inama, ka kgumamela Morena, mme ka boka Morena, Modimo wa monga ka Aborahama, ya ileng a ntsamaisa ka tsela e nepahetseng, hore ke tlo nkela mora wa monga ka moradi wa moena wa hae. “Jwale, ha le rata ho bontsha mohau le botshepehi ho monga ka, mpolelleng. Le teng haeba ho se jwalo, mpolelleng, e le hore ke tle ke tsebe ho thinyetsa ka letsohong le letona kapa ka ho le letshehadi.” Yaba bo-Labane le Bethuele ba a araba, ba re: “Taba ena e tswa ho Morena; re ke ke ra bua le wena hampe kapa hantle. Rebeka ke enwa kapele ho wena; mo nke, mme o tsamaye le yena, e yo ba ngwetsi ya monga hao, ho ya kamoo Morena a boletseng kateng.” Ha mohlanka wa Aborahama a utlwa mantswe ana, a inama kapele ho Morena. Yaba mohlanka o ntsha mekgabiso ya silefera le mekgabiso ya kgauta, le diaparo, o di nea Rebeka. A nea le kgaitsedi ya hae le mmae dimpho tsa bohlokwa. Jwale yena le banna ba nang le yena ba eja, ba enwa, mme ba hlola bosui moo. Ha ba tsoha hoseng, mohlanka a re: “Ntokolleng, ke kgutlele ho monga ka.” Labane, kgaitsedi ya Rebeka, le mmae ba re: “Morwetsana ha a ke a dule le rona matsatsi a se makae, bonyane matsatsi a leshome; kamorao ho moo a ka tsamaya.” Empa a re ho bona: “Le se ke la ntiehisa, kaha Morena o atlehisitse leeto la ka; ntokolleng, ke kgutlele ho monga ka.” Ba re: “Re tla bitsa morwetsana, re utlwe maikutlo a hae.” Jwale ba bitsa Rebeka, mme ba re ho yena: “Na o tla tsamaya le monna eo?” Yena a araba, a re: “Ke tla tsamaya le yena.” Yaba ba lokolla kgaitsedi ya bona Rebeka, le mohodisi wa hae, le mohlanka wa Aborahama le banna ba hae. Ba hlohonolofatsa Rebeka, ba re ho yena: “Kgaitsedi ya rona, o ke o be mma dikete tsa dikete; Ditloholo tsa hao di ke di hape metse, di hape metse ya dira tsa tsona.” Yaba Rebeka le makgabunyane a hae ba a ema, ba palama dikamele, ba tsamaya le monna eo. Mohlanka a nka Rebeka, a tsamaya. Isaka o ne a etswa Sedibeng sa Lakai-Roi kaha o ne a ahile naheng e ka borwa. Mantsiboya Isaka a ya naheng ho ya imamela, mme eitse ha a phahamisa mahlo, a tadima, a bona dikamele di etla. Rebeka a phahamisa mahlo, mme yare ha a bona Isaka a tholoha kamele. Yaba o re ho mohlanka: “Ke mang monna elwa ya tsamayang mola, ya tlilo re kgahlanyetsa?” Mohlanka a araba, a re: “Ke monga ka.” Jwale Rebeka a nka lesira la hae, a ikgurumetsa. Mohlanka a bolella Isaka dintho tsohle tseo a ileng a di etsa. Isaka a isa Rebeka ka tenteng ya mmae Sara; yaba o a mo nka, e ba mosadi wa hae, mme a mo rata. Isaka a tshediseha kamora lefu la mmae. Aborahama a boela a nyala mosadi e mong, eo lebitso la hae e neng e le Ketura. Mosadi enwa a mo tswalla Simerane, le Jokoshane, le Medane, le Midiane, le Jishebaka, le Shua. Jokoshane a tswala Sheba le Dedane. Ditloholo tsa Dedane e ne e le Baasure, le Baletushe, le Baleumime. Bara ba Midiane e ne e le Efa, le Efere, le Hanoke, le Abida, le Eledaa. Bana bohle e ne e le bara ba Ketura. Aborahama a nea Isaka tsohle tseo a nang le tsona. Empa ha e le bara ba basadi ba hae ba mafielo, Aborahama a ba nea dimpho, mme eitse a sa phela a ba tlosa ho mora wa hae Isaka, a ba isa ka nqa botjhabela, naheng ya botjhabela. Ditshiu tsa bophelo ba Aborahama e bile dilemo tse lekgolo le mashome a supileng a metso e mehlano. Aborahama a neela moya, a shwa, mme a orohela ho bang ka yena, hoba a phele halalele ka boiketlo, a hodile, a atetswe ke ditshiu. Bara ba hae, Isaka le Ishemaele, ba mo epela lehaheng la Makapela, tshimong ya Eferone, mora wa Sohara wa Mohete, pela Mamore. Tshimo ena Aborahama o ne a e rekile ho bara ba Hete. Ke moo Aborahama a ileng a epelwa teng, le mosadi wa hae Sara. Kamora lefu la Aborahama, Modimo a hlohonolofatsa Isaka, mora wa hae. Isaka a aha Sedibeng sa Lakai-Roi. Lena ke leloko la Ishemaele, mora wa Aborahama, eo Hagare wa Moegepeta, lekgabunyane la Sara, a ileng a mo tswalla Aborahama. Ana ke mabitso a bara ba Ishemaele ka ho hlahlamana ha tswalo ya bona: Nebajote, letsibolo la Ishemaele, le Kedare, le Adabeele, le Mibesame le Mishema, le Duma, le Masa, le Hadare, le Tema, le Jeture, le Nafisha, le Kedema. Bana ke bona bara ba Ishemaele, mme ana ke mabitso a bona, ho ya ka metse ya bona, le ho ya ka diahelo tsa bona; ke mahosana a leshome le metso e mmedi, ho ya ka merabe ya bona. Dilemo tsa bophelo ba Ishemaele e bile lekgolo le mashome a mararo a metso e supileng. A neela moya, a shwa, mme a orohela ho bang ka yena. Ditloholo tsa hae tsa aha ho tloha Hafila ho ya fihla Shure, ka botjhabela ho Egepeta, tseleng e yang Asiria. A aha ka botjhabela ho bana babo. Tsena ke ditaba tsa Isaka, mora wa Aborahama. Aborahama o ile a tswala Isaka. Isaka o ne a ena le dilemo tse mashome a mane, ha a nyala Rebeka, moradi wa Bethuele, Moarame wa Padane-Arame, kgaitsedi ya Labane wa Moarame. Isaka a rapella mosadi wa hae ho Morena, hobane e ne e le nyopa, mme Morena a utlwa thapelo ya hae, Rebeka mosadi wa hae ya eba moimana. Masea a ne a rahana ka popelong ya hae; yaba o re: “Haeba ho tjee, ekaba ke phelela eng?” A ya botsa Morena, mme Morena a re ho yena: “Ditjhaba tse pedi di ka popelong ya hao, merabe e mmedi e tla arohana, merabe eo e tswe maleng a hao, morabe o mong o tla ba matla ho feta o mong, e moholo o tla sebeletsa e monyenyane.” Ha matsatsi a hae a ho beleha a se a phethahetse, bonang, mafahla a ne a le teng ka popelong ya hae. La pele la hlaha le le lefubedu, mmele wohle wa lona o ne o ka kobo e phophomang boya, mme ba le rea lebitso la Esau. Kamora moo ha hlaha moena wa hae, mme letsoho la hae le ne le tshwere serethe sa Esau, yaba ba mo rea lebitso la Jakobo. Isaka o ne a ena le dilemo tse mashome a tsheletseng ha a ba tswala. Ha bashanyana bana ba ntse ba hola, Esau ya eba setsomi, a phela hara naha; athe Jakobo e ne e le motho wa kgotso, wa sesalahae. Isaka o ne a rata Esau, hobane o ne a eja nama ya diphoofolo tseo a di bolayang, empa Rebeka yena o ne a rata Jakobo. Ka mohlomong Jakobo o ne a phehile sopho, Esau a kena a etswa naheng, a lapile haholo. Yaba Esau o re ho Jakobo: “Ako mphe ntho e kgubedu eno, ntho e kgubedu eno hle, ke je, hobane ke lapile haholo!” Ke ka baka leo a reilweng lebitso la Edomo. Jakobo a re: “Nthekisetse ditokelo tsa boholo ba hao pele.” Esau a re: “Bona, ke se ke le lekgatheng la ho shwa; ho nna molemo wa ditokelo tsa boholo ba ka ke ofe?” Jakobo a re: “Ntlhapanyetse pele!” Yaba o a mo hlapanyetsa, o rekisetsa Jakobo ditokelo tsa boholo ba hae. Jwale Jakobo a fa Esau bohobe le sopho ya dierekisi; yaba o a ja, o a nwa, a nto phahama, a ikela. Esau a nyedisa ditokelo tsa boholo ba hae jwalo. Tlala ya eba teng naheng eo, ntle ho tlala e kileng ya eba teng pele, mehleng ya Aborahama. Yaba Isaka o ya Gerare, ho Abimeleke kgosi ya Bafilesita. Morena a iponahatsa ho yena, a re: “O se ke wa theohela Egepeta; o mpe o yo aha naheng eo ke tla o laela yona. Jaka naheng eo, mme ke tla ba le wena, ke o hlohonolofatse, hobane wena le ditloholo tsa hao ke tla le nea dinaha tsena tsohle. Ke tla tiisa kano eo ke neng ke e hlapanyetse ntatao Aborahama. Ke tla ngatafatsa ditloholo tsa hao jwaloka dinaledi tsa lehodimo, mme dinaha tsena tsohle ke tla di nea ditloholo tsa hao. Ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tla hlohonolofala ka ditloholo tsa hao; kaha Aborahama o ile a mmamela, a boloka ditsela tsa ka, le ditaelo tsa ka, le ditemoso tsa ka, le melao ya ka.” Yaba Isaka o aha Gerare. Ha batho ba sebaka seo ba mmotsa ka mosadi wa hae, a re: “Ke kgaitsedi ya ka,” hobane o ne a tshaba ho re: “Ke mosadi wa ka,” esere banna ba sebaka seo ba mmolaya ka baka la Rebeka, hobane Rebeka o ne a le motle haholo. Ha Isaka a se a ahile moo ditshiu tse teletsana, Abimeleke, kgosi ya Bafilesita, a tadima ka fesetere, mme a bona Isaka a ntse a phathapathatsana le Rebeka, mosadi wa hae. Yaba Abimeleke o bitsa Isaka, o re: “Ha ke re eo ke mosadi wa hao? Ke hobaneng ha o ile wa re ke kgaitsedi ya hao?” Isaka a mo araba, a re: “Ke hobane ke ile ka nahana hore mohlomong ka baka la hae ke tla tshoha ke bolawa.” Abimeleke a re ho yena: “Ke eng ee, eo o e entseng ho rona? E mong wa batho bana a ka be a ile a kena dikobong tsa mosadi wa hao, mme o ka be o entse hore re be molato.” Jwale Abimeleke a bolella batho ba hae, a re: “Mang kapa mang ya ka amang monna enwa, kapa mosadi wa hae, o tla bolawa.” Isaka a lema naheng eo, mme ka sona selemo seo a kotula halekgolo. Morena a mo hlohonolofatsa, mme ya eba morui, a nna a tswela pele ho atleha, ho fihlela e eba morui e moholo ka ho fetisisa. A ba le mehlape ya dinku le ya dikgomo, le bahlanka ba bangata, hoo Bafilesita ba ileng ba mo honohela. Didiba tsohle tseo bahlanka ba ntatae ba neng ba ile ba di tjheka mehleng ya ntatae Aborahama, Bafilesita ba ne ba ile ba di kata ka mobu. Jwale Abimeleke a re ho Isaka: “Tloha hara rona, hobane o matla ho re feta.” Yaba Isaka o tloha moo, o ya hloma kgohlong ya Gerare, mme a aha teng. Isaka a boela a tjheka didiba tse ileng tsa tjhekwa mehleng ya ntatae Aborahama. Bafilesita ba ne ba ile ba di kata kamora lefu la Aborahama, mme a di rea mabitso ao ntatae a neng a di reile wona. Bahlanka ba Isaka ba tjheka ka kgohlong, mme ba fumana sediba sa metsi a tsapolang. Badisa ba Gerare ba tsekisana le ba Isaka, ba re: “Metsi ana ke a rona.” Yaba sediba seo o se rea lebitso la Eseke, hobane ba ne ba se tsekisane le yena. Ba boela ba tjheka sediba se seng, mme le seo ba se tsekisana; sona a se rea lebitso la Sitena. A falla moo, a tjheka sediba se seng hape, empa sena ba se ke ba hlola ba se tsekisana, mme sona a se rea lebitso la Rehobote, a re: “Jwale Morena o re file sebaka, mme re tla ngatafala naheng ena.” Ho tloha moo a nyoloha, a ya Beeresheba. Ka bona bosiu boo, Morena a iponahatsa ho yena, a re: “Ke nna Modimo wa ntatao Aborahama. Se tshabe letho hobane ke na le wena. Ke tla o hlohonolofatsa, ke ngatafatse ditloholo tsa hao, ka baka la Aborahama, mohlanka wa ka.” Yaba o haha aletare moo, mme a rapela Morena, a hloma tente ya hae moo. Hona moo bahlanka ba Isaka ba tjheka sediba. Abimeleke, a etswa Gerare, a ena le motswalle wa hae Ahusate le Pikole molaodi wa mabotho a hae, a ya ho Isaka. Isaka a re ho bona: “Ke ka baka lang le tlileng ho nna, ha le ntlhoile tjee, le bile le ntelekile ha lona?” Ba mo araba, ba re: “Re bone hantle hore Morena o na le wena; yaba re re: Ha ho ke ho be le kano pakeng tsa rona le wena, re etse selekane le wena. O ke ke wa re etsa hampe, jwalokaha le rona re sa ka ra o etsa hampe. Ha ho letho leo re le entseng ho wena, haese botle feela, mme re bile re o ntshitse ka kgotso. Jwale o ya hlohonolofaditsweng ke Morena.” A ba etsetsa mokete, mme ba eja, ba enwa. Ba tsoha ka madungwadungwana, ba hlapanyetsana, mme Isaka a ba lokolla, ba tloha ho yena ka kgotso. Ka lona letsatsi leo bahlanka ba Isaka ba tla ho yena, ba mmolella ka sediba seo ba se tjhekileng, mme ba re ho yena: “Re fumane metsi.” Sediba seo a se bitsa Sheba; ka baka leo, motse oo o bitswa Beeresheba le kajeno. Ha Esau a ena le dilemo tse mashome a mane a nyala Jehudite, moradi wa Beeri wa Mohete, le Basemate, moradi wa Elone wa Mohete. Basadi bana ba sulafaletsa Rebeka le Isaka bophelo. Yare ha Isaka a se a tsofetse, mahlo a hae a se a fokola, hoo a neng a se a sa bone, a bitsa Esau, mora wa hae wa matsibolo, mme a re ho yena. “Ngwana ka!” Yena a arabela, a re: “Ke nna enwa.” Isaka a re: “Bona ke tsofetse; ha ke tsebe letsatsi leo ke tla shwa ka lona. Ako nke dibetsa tsa hao hle, le sehlajwa sa hao, le seqha sa hao, o ye naheng, o eo ntsomela phoofolo. Jwale o mphehele nama a hlabosang, ka mokgwa oo ke o ratang, o ntlisetse yona ke tlo ja, e le hore ke tle ke o hlohonolofatse ke eso shwe.” Rebeka o ne a ntse a utlwa ha Isaka a bua le Esau, mora wa hae. Esau a ya naheng ho ya tsoma phoofolo, hore a tle a e tlise. Rebeka a bua le mora wa hae Jakobo, a re: “Ke utlwile ntatao a bua le moholwane wa ha Esau, a re: Ntlisetse phoofolo, mme o mphehele nama e hlabosang, e le hore ke tle ke je, mme ke o hlohonolofatse mahlong a Morena ke eso shwe. Jwale, ngwana ka, mamela kamoo ke o laelang kateng. Eya mohlapeng hona jwale, o yo ntlisetsa dipotsanyane tse pedi, tse ntle, mme ka tsona ke tla phehela ntatao nama e hlabosang, ka mokgwa oo a o ratang. O tla e isetsa ntatao hore a je, a tle a o hlohonolofatse a eso shwe.” Empa Jakobo a re ho Rebeka, mmae: “Bona, moholwane wa ka Esau ke motho ya mohwete, athe nna ke motho ya lehwete. Mohlomong ntate o tla mphopholetsa, mme mahlong a hae ke tla bonahala ke le mothetsi, ebe ke itlisetsa thohako e seng tlhohonolofatso.” Mmae a re ho yena: “Thohako ya hao e tla ba hodima ka, ngwana ka. Wena, o mamele feela, mme o tsamaye, o yo ntatela tsona.” Yaba o a tsamaya, wa di nka, o di tlisetsa mmae; mmae a pheha nama e hlabosang, ka mokgwa oo ntatae a o ratang. Jwale Rebeka a nka diaparo tse ntle tsa Esau, mora wa hae wa matsibolo, tse neng di le ho yena ka tlung, a di apesa Jakobo mora wa hae e monyenyane. Yaba o thata matsoho a hae, le molala wa hae o lehwete, ka matlalo a dipotsanyane. Nama e hlabosang le bohobe, tseo a ileng a di lokisa, a di neela mora wa hae Jakobo, matsohong. Yaba Jakobo o ya ho ntatae, o fihla, a re: “Ntate!” Yena a arabela, a re: “Ke nna enwa! O mang, ngwana ka?” Jakobo a re ho ntatae: “Ke nna Esau, matsibolo a hao, mme ke entse kamoo o ntaetseng kateng. Ako tsohe hle, o dule, o je nama ya tseo ke tswa di tsoma, o tle o ntlhohonolofatse.” Empa Isaka a re ho mora wa hae: “O e fumane kapele hakaakang, ngwana ka?” Jakobo a araba, a re: “Ke hobane Morena, Modimo wa hao, o ile a nkatlehisa.” Yaba Isaka o re ho Jakobo: “Ako atamele hle, ke o phopholetse ngwana ka ke utlwe hore na efela e le wena mora wa ka Esau, kapa tjhe.” Jwale Jakobo a atamela ho ntatae Isaka; yena a mo phopholetsa, mme a re: “Lentswe ke lentswe la Jakobo, empa matsoho ke matsoho a Esau.” A se ke a ba a mo tseba, hobane matsoho a hae a ne a ena le mohwete jwaloka matsoho a moholwane wa hae Esau. Yaba o a mo hlohonolofatsa. A re: “Na o fela o le mora wa ka Esau?” Jakobo a arabela, a re: “Ke yena!” Jwale a re: “Ntlisetse yona, ke je nama ya tse tsomilweng ke mora wa ka mme ke o hlohonolatse.” Yaba o e tlisa ho yena, mme a ja; a mo tlisetsa le veine mme a nwa. Jwale ntatae Isaka a re ho yena: “Atamela jwale, ngwana ka o nkake.” Yaba o a atamela, o a mo aka; Isaka a utlwa monko wa diaparo tsa hae, mme a mo hlohonolofatsa, a re: “Bona, monko wa mora wa ka o jwaloka monko wa tshimo, tshimo eo Morena a e hlohonolofaditseng! Modimo a ke a o nee phoka ya lehodimo, le monono wa lefatshe, le tjhai ya koro le ya veine. Ditjhaba di ke di o sebeletse, mme merabe e ke e o kgumamele. Eba morena wa bana beno, bana beno ba o kgumamele. Bohle ba o rohakang ba ke ba rohakehe, mme bohle ba o hlohonolofatsang ba hlohonolofale.” Eitse hoba Isaka a qete ho hlohonolofatsa Jakobo, mme a eso be le motsotswana Jakobo a tswile ka ho ntatae Isaka, moholwane wa hae Esau a fihla ho tswa tsoma. Le yena a pheha nama e hlabosang, mme a e tlisetsa ntatae. Yaba o re ho ntatae: “Ntate, ako tsohe, mme o je nama ya tse tsomilweng ke mora wa hao, o tle ntlhohonolofatse.” Ntatae Isaka a re ho yena: “O mang?” A arabela, a re: “Ke nna mora wa hao, matsibolo a hao, Esau.” Isaka a thothomela haholo, a re: “E ne e le mang he, ya ileng a ya tsoma phoofolo, mme a e tlisa ho nna, ka e ja yohle, o eso fihle, mme ka ba ka mo hlohonolofatsa? E, o tla hlohonolofala!” Ha Esau a utlwa mantswe a ntatae a lla sello se seholo, se bohloko, mme a re ho ntatae: “Le nna ako ntlhohonolofatse hle ntate!” Empa ntatae a re: “Moena wa hao a tlile ka bolotsana, mme o nkile mahlohonolo a hao!” Yaba Esau o re: “Na ha a ya bitswa Jakobo ka nepo? Hobane o nqhekanyeditse habedi. O ile a nka ditokelo tsa boholo ba ka, mme jwale bona, o nkile le mahlohonolo a ka!” A tswela pele, a re: “Na nna ha o a ntshiela lehlohonolo?” Isaka a arabela Esau, a re: “Bona, ke mo entse morena wa hao, le bana babo bohle ke mo neile bona ho ba bahlanka ba hae, mme ka mmaballa ka koro le ka veine. Ebe jwale, ngwana ka, nka o etsetsa eng?” Yaba Esau o re ho ntatae: “Na ha o sa na le lehlohonolo le leng ntate? Le nna ntlhohonolofatse hle, ntate!” Esau a bokolla habohloko. Yaba ntatae Isaka o a arabela, o re ho yena: “Bona, leaho la hao le tla ba hole le monono wa lefatshe, le be hole le phoka ya lehodimo e tswang hodimo. O tla phela ka sabole ya hao, mme o tla sebeletsa moena hao, empa ha nako ya ho itokolla e fihla, o tla monyola molala wa hao jokong ya hae.” Jwale Esau a hloya Jakobo ka baka la tlhohonolofatso eo ntatae a mo hlohonolofaditseng ka yona. Esau a re ka pelong ya hae: “Matsatsi a bofifi ba ntate a atametse, mme ke tla bolaya Jakobo, moena wa ka.” Empa Rebeka a bolellwa mantswe ana a Esau, mora wa hae wa matsibolo; yaba Rebeka o laela hore ho bitswe Jakobo, mora wa hae e monyenyane, mme a re ho yena: “Bona, moholwane wa hao Esau o tla iphetetsa ka ho o bolaya. Ka baka leo, ngwana ka, mamela: tsamaya, o balehele ha malomao Labane, ya Harane. O hlole le yena ditshiu di se kae, ho fihlela kgalefo ya moholwane wa hao e kokobela. Ha kgalefo ya moholwane wa hao e se e kokobetse, mme a lebetse seo o mo entseng sona, nna ke tla romela motho ho o lata teng. Hobaneng nka shwellwa ke lona ba babedi ka tsatsi le le leng?” Jwale Rebeka a re ho Isaka: “Ke tennwe ke bophelo ka baka la basadi bana ba Bahete. Haeba Jakobo a ka nyala e mong wa banana ba Bahete ba jwaloka bana, bophelo ba ka bo tla ba le molemo ofe ho nna?” Isaka a bitsa Jakobo, a mo hlohonolofatsa, a mo laela, a re: “O se ke wa nyala e mong wa banana ba Bakanana. Tsamaya, o ye Padane-Arame, tlung ya Bethuele, ntatao moholo ya tswalang mmao; o nyale mosadi teng ho baradi ba malomao Labane. Modimo ya matla wohle a ke a o hlohonolofatse, a o fe bana ba bangata, a be a o atise haholoholo, o tle o be raditjhabatjhaba. A ke a o nee lehlohonolo la Aborahama, wena le ditloholo tsa hao, o tle o rue naha eo o leng mojaki ho yona, eo Modimo a neng a e nee Aborahama!” Ka mokgwa ona, Isaka a re Jakobo a tsamaye, mme yena a ya Padane-Arame ha Labane, mora wa Bethuele wa Moarame, kgaitsedi ya Rebeka, mma bo-Jakobo le Esau. Esau a bona hore Isaka o hlohonolofaditse Jakobo, mme o mo rometse Padane-Arame ho ya nyala mosadi teng; le hore, ha a mo hlohonolofatsa, o ile a mo laela, a re: “O se ke wa nyala e mong wa banana ba Bakanana;” le hore Jakobo o mametse ntatae le mmae, ka ho ya Padane-Arame. Esau a bona hore mahlong a ntatae, Isaka, banana ba Bakanana ba kgopo; yaba o ya ha Ishemaele, o eketsa sethepu sa hae ka ho nyala Mahalate, moradi wa Ishemaele, mora wa Aborahama, kgaitsedi ya Nebajote. Jakobo a tloha Beeresheba, a leba Harane. A fihla sebakeng se seng, a robala teng, hobane letsatsi le ne le se le diketse. Jwale a nka le leng la majwe a hona moo, a le sama, yaba o a robala. A lora toro, mme ho yona a bona lere e hlonngweng fatshe, e ilo fihla lehodimong. A bona mangeloi a Modimo a ntse a ehlwa, a theoha ka yona. A bona Morena a eme kahodimo ho yona, a ntse a re: “Ke nna Morena, Modimo wa ntatao Aborahama, le Modimo wa Isaka. Naha eo o robetseng ho yona ke tla o nea yona le ditloholo tsa hao. Ditloholo tsa hao di tla ba kaalo ka lerole la lefatshe, mme o tla namela bophirimela, le botjhabela, le leboya, le borwa. Merabe yohle ya lefatshe e tla hlohonolofatswa ka wena le ka ditloholo tsa hao. Bona, ke na le wena, mme ke tla o sireletsa hohle moo o yang teng, ke be ke o kgutlisetse naheng ena. Ha nka ke ka o furalla, ho fihlela ke etsa seo ke se buileng ho wena.” Yaba Jakobo o phaphama borokong, o re: “Ruri Modimo o teng sebakeng sena; feela ke ne ke sa tsebe.” A tshaba, mme a re: “Sebaka see se tshabeha hakaakang! Sebaka sena ke sona ntlo ya Modimo, ebile ke kgoro ya lehodimo.” Jakobo a tsoha ka madungwadungwana, a nka lejwe leo a neng a le samile, a le hloma hore e be mokolokotwane, a le tshela ka ole. Sebaka seo a se rea lebitso la Bethele; athe pele motse oo o ne o bitswa Lose. Yaba Jakobo o a ikana, o re: “Haeba Modimo a ka ba le nna, a mpaballa leetong lena leo ke le nkileng, a mpha bohobe ka ja, le diaparo ka apara, ka ba ka kgutlela tlung ya ntate ka kgotso, Morena e tla ba Modimo wa ka. Le lejwe leo ke le hlommeng hore e be mokolokotwane, e tla ba ntlo ya Modimo. Ke tla mo nea karolo e le nngwe leshomeng ka leng la tsohle tseo a mphang tsona.” Jakobo a tswela pele leetong la hae, a ya fihla naheng ya baahi ba ka botjhabela. Ha a tadima, a bona sediba hara thota, a bona mehlape e meraro ya dinku e bothile pela sona, hobane mehlape eo e ne e nweswa sedibeng seo. Lejwe le kwahelang molomo wa sediba le ne le le leholo. Ha mehlape e bokane moo, badisana ba ne ba ye ba le phikolose, le tlohe molomong wa sediba, ba nwese dinku, ba boele ba le busetse ditulong tsa lona, molomong wa sediba. Jakobo a re ho bona: “Bana beso, le tswa kae?” Bona ba araba, ba re: “Re tswa Harane.” A re ho bona: “Na le tseba Labane, mora wa Nakore?” Badisana ba re: “Re a mo tseba.” A re ho bona: “Na o ntse a phela hantle?” Ba re: “O ntse a phela hantle. Bona, moradi wa hae Ragele ke eo a etla le dinku.” Jakobo a re: “Bonang mona, e sa le motsheare o moholo, ha e eso be nako ya ho orosa mehlape; nwesang dinku, le tsamaye le yo di fudisa.” Empa bona ba re: “Re sitwa ho etsa jwalo, ho fihlela mehlape yohle e bokellana mona, ho phikoloswa lejwe, le tloswa molomong wa sediba, ebe jwale re tseba ho nwesa dinku.” Yare a sa ntsane a bua le bona, Ragele a fihla le dinku tsa ntatae, hobane e ne e le modisana wa tsona. Ha Jakobo a bona Ragele, moradi wa malomae Labane, le dinku tsa malomae Labane, Jakobo a atamela, a phikolosa lejwe, a le tlosa molomong wa sediba, mme a nwesa dinku tsa malomae Labane. Jwale Jakobo a aka Ragele, a ba a lla. Jakobo a bolella Ragele hore ke seng le ntatae, le hore yena ke mora wa Rebeka. Ragele a matha, a ya tsebisa ntatae. Yare ha Labane a utlwa ditaba tsa Jakobo motjhana hae, a matha ho ya mo kgahlanyetsa, a mo kopa molaleng, a mo aka, a mo isa ka tlung ya hae. Jakobo a bolella Labane tsena tsohle, mme Labane a re ho yena: “Ruri o lesapo la ka le nama ya ka!” Jakobo a hlola le yena kgwedi kaofela. Yaba Labane o re ho Jakobo: “Kaha o motjhana wa ka, na o ka ntshebeletsa feela? Mpolelle: ke o lefe bokae?” Jwale Labane o ne a ena le baradi ba babedi; lebitso la e moholo e ne e le Lea, mme lebitso la e monyenyane e le Ragele. Mahlo a Lea a ne a le bolea, empa Ragele o ne a bopehile hantle, a le motle haholo. Jakobo o ne a rata Ragele, mme a re: “Ke tla o sebeletsa ka dilemo tse supileng, ke sebeletsa ho fumana Ragele, moradi wa hao e monyenyane.” Yaba Labane o re: “Ho molemo hore ke mo nee wena, ho ena le ho mo nea monna osele. Dula le nna he.” Jakobo a sebeletsa bohadi ba Ragele ka dilemo tse supileng, empa ka baka la lerato leo a neng a rata Ragele ka lona, dilemo tseo tsa ka ditshiu tse seng kae. Jwale Jakobo a re ho Labane: “Nnee mosadi wa ka, ke kene dikobong tsa hae, hobane nako ya ka e phethehile.” Yaba Labane o mema banna bohle ba sebaka seo, o etsa mokete wa lenyalo. Ka phirimana Labane a nka moradi wa hae Lea, a mo isa ho Jakobo, mme yena a kena dikobong tsa hae. Labane a nka lekgabunyane la hae Silepa, a le nea moradi wa hae Lea, hore e be lekgabunyane la hae. Yare ha bo esa, bo bonahala hore ke Lea, Jakobo a re ho Labane: “Ke eng ee, eo o nketseditseng yona? Na ha ke o sebeletsa, ke ne ke sa sebeletse hore o nnee Ragele? Jwale o nthetseditseng?” Labane a re: “Mona haeso hase moetlo hore e monyenyane a nyalwe pele ho e moholo. Qeta beke le enwa, mme o tla newa le eno e mong, feela o ntshebeletse hae ka dilemo tse ding tse supileng, tseo o tla ntshebeletsa ka tsona.” Jakobo a dumela, a qeta beke ya enwa, Labane a nto mo nea moradi wa hae Ragele, hore e be mosadi wa hae. Labane a nka lekgabunyane la hae Bileha, a le nea moradi wa hae Ragele, hore e be lekgabunyane la hae. Jakobo a kena dikobong tsa Ragele, mme a rata Ragele ho feta Lea. A boela a sebeletsa Labane ka dilemo tse ding tse supileng. Ha Morena a bona hore Lea ha a ratwe, a mo fa thari, empa Ragele ya eba nyopa. Lea ya eba moimana, a tswala mora, mme a mo rea lebitso la Rubene, hobane o ne a re: “Ruri Morena o bone matshwenyeho a ka, mme jwale monna wa ka o tla nthata.” Ya eba moimane hape, a tswala mora, mme a re: “Ruri Morena o utlwile hore ha ke ratwe, mme o mphile mora enwa hape.” Yaba o mo rea lebitso la Simeone. Ya boela ya eba moimana, a tswala mora, mme a re: “Jwale monna wa ka o tla nkgomarela, hobane ke mo tswaletse bara ba bararo.” Ka baka lena, enwa a mo rea lebitso la Levi. Ya boela ya eba moimana hape, a tswala mora, mme a re: “Jwale ke tla boka Morena.” Ka baka lena, a mo rea lebitso la Juda; yaba o kgaotsa ho beleha. Yare ha Ragele a bona hore ha a tswalle Jakobo bana, a honohela ngwanabo, mme a re ho Jakobo: “Mphe bana, ho seng jwalo ke tla shwa!” Jakobo a halefela Ragele haholo, mme a re: “Na nna ke Modimo, yena ya o entseng nyopa?” Ragele a re: “Bileha, lekgabunyane la ka, ke enwa. Kena dikobong tsa hae, e le hore a tle a ntswalle bana ba lengwele, hore ke be le bana ka yena.” Yaba o nea Jakobo lekgabunyane la hae Bileha hore e be mosadi wa hae. Bileha ya eba moimana, a tswalla Jakobo mora. Jwale Ragele a re: “Modimo o nkahloletse, ebile o utlwile thapelo ya ka, mme o mphile mora.” Ka baka leo, a mo rea lebitso la Dane. Bileha, lekgabunyane la Ragele, ya boela ya eba moimana, mme a tswalla Jakobo mora wa bobedi. Jwale Ragele a re: “Ke lwanne dintwa tse matla le ngwaneso, mme ke hlotse.” Yaba o mo rea lebitso la Nafthali. Ha Lea a bona hore a ke ke a hlola a beleha, a nka lekgabunyane la hae Silepa, mme a le nea Jakobo hore e be mosadi wa hae. Jwale Silepa, lekgabunyane la Lea, a tswalla Jakobo mora. Lea a re: “Hona ke lehlohonolo!” Yaba o mo rea lebitso la Gade. Silepa, lekgabunyane la Lea, a tswalla Jakobo mora wa bobedi. Lea a re: “Nna ke lehlohonolo. Basadi ba tla mpitsa ya lehlohonolo!” Yaba o mo rea lebitso la Ashere. Ka nako eo ho kotulwang koro ka yona, Rubene a fumana ditholwana tsa moratiso masimong, mme a di tlisetsa mmae Lea. Jwale Ragele a re ho Lea: “Ako mphe hle, tse ding tsa ditholwana tsa moratiso tsa mora wa hao.” Empa Lea a re ho yena: “Na ke ntho e nyenyane ha o nkile monna wa ka, mme jwale o rata ho nka le ditholwana tsa moratiso tsa mora wa ka?” Ragele a araba, a re: “E, a ka nna a robala le wena bosiung bona, ha o ka mpha ditholwana tsa moratiso tsa mora wa hao.” Mantsiboya, ha Jakobo a kgutla masimong, Lea a tswa ho ya mo kgahlanyetsa, mme a re ho yena: “O tshwanetse ho tla robala le nna bosiung bona, hobane ke o rekile ka ditholwana tsa moratiso, tsa mora wa ka.” Yaba o robala le yena bosiung boo. Modimo a mamela Lea, ya eba moimana, mme a tswalla Jakobo mora wa bohlano. Lea a re: “Modimo o mphile moputso wa ka, hobane ke ile ka nea monna wa ka lekgabunyane la ka.” A mo rea lebitso la Isakare. Lea ya eba moimana hape, mme a tswalla Jakobo mora wa botshelela. Jwale Lea a re: “Modimo o mphile mpho e ntle, mme kajeno monna wa ka o tla dula ha ka, hobane ke mo tswaletse bara ba tsheletseng.” Yaba o rea mora eo lebitso la Sebulone. Kamora mona a tswala moradi, a mo rea lebitso la Dina. Modimo a hopola Ragele, a mo mamela, a mo fa thari. Ragele ya eba moimana, a tswala mora, mme a re: “Modimo o tlositse sekgobo sa ka.” A rea mora enwa lebitso la Josefa, a re: “Morena a ke a nkekeletse mora e mong!” Ragele ha a se a tswetse Josefa, Jakobo a re ho Labane: “Ntokolle, ke ye haeso, naheng ya heso. Nnee basadi ba ka le bana ba ka, bao ke o sebeleditseng ho ba fumana, mme o ntokolle ke tsamaye, hobane o tseba kamoo ke ileng ka o sebeletsa kateng.” Empa Labane a re ho yena: “Ako nkgauhele, hobane ke lemohile hore Morena o ntlhohonolofaditse ka baka la hao.” A ba a re: “Bolela moputso oo o o batlang, mme ke tla o nea wona.” Jakobo a re ho Labane: “Wena o tseba kamoo ke ileng ka o sebeletsa kateng, le kamoo ke atlehisitseng mehlape ya hao kateng. Pele ke fihla o ne o ena le dintho tse seng kae, empa jwale di eketsehile, ke mehlapehadi, mme Morena o o hlohonolofaditse ka tsohle, hohle moo ke neng ke eya teng. Jwale nna ke tla sebeletsa lelapa la ka neng?” Labane a re: “Ke o nee eng?” Jakobo a re: “O se ke wa nnea letho; haeba o ka nketsetsa ntho ena, ke tla boela ke dise mohlape wa hao hape, ke o baballe. Ke tla hlahloba mohlape wohle wa hao kajeno, ke kgethe dinku tsohle tse tshasana, le tse thoboshana, le dikonyana tsohle tse ntsho, le dipodi tse rolo le tse pudutswana. Tseo he, e tla ba tsona moputso wa ka. Ho tshepahala ha ka ho tla bonahala kamoso, ha o etla hore re hlahlobisane tsa moputso wa ka. Dipodi tsohle tse seng rolo, le dikonyana tse seng ntsho, ha di ka fumanwa mohlapeng wa ka, e tla ba ke di utswitse.” Yaba Labane o re: “Ke hantle! Ha ho be jwalokaha o bolela.” Ka lona letsatsi leo Labane a kgetha diphooko tsohle tse rolo le tse putswa, le dipodi tsohle tse rolwana le tse pudutswana le tsohle tse phatshwana, le dikonyana tsohle tse ntsho, a di siya matsohong a bara ba Jakobo. Tsa kgannwa ho iswa sebakeng se lekanang le leeto la matsatsi a mararo, ho tloha moo yena le Jakobo ba neng ba le hona teng, mme Jakobo a disa mehlape ya Labane e setseng. Jakobo a nka dithutswana tse tala tsa difate tsa popoliri, le tsa perekisi, le tsa sefate sa hoki, a di ebola, a di etsa metaka e mesweu, mme a hlahisa bosweu bo ho tsona. A bea dithutswana tseo a di ebotseng kapele ho mehlape ka dinwellong tsa metsi, moo mehlape e palesitseng e nwelang teng. Mehlape ya emara ha e le pela dithutswana, ya tswala tse mebalabala: tse rolo, le tse pudutswana, le tse tshasana, le tse thoboshana. Jakobo a kgetha dikonyana, empa a etsa hore diphatla tsa mohlape wa Labane, wa tse ntsho, di tadimane le mohlape wa tse tshasana. Yaba o kgethela mohlape wa hae kathoko, a se ke a o kopanya le mohlape wa Labane. Jakobo o ne a ye nehele ha mohlape o kgotshe, a bee dithutswana kapele ho mohlape, ka dinwellong, hore di tle di emare di le kapele ho dithutswana. Empa ha mehlape e fokotse, o ne a sa bee dithutswana, mme tse tswalwang di fokotse e ne e eba tsa Labane, athe tse matlafetseng e ne e eba tsa Jakobo. Ka mokgwa o jwalo Jakobo a rua ka ho fetisisa, mme a ba le mehlape e mengata, le makgabunyane, le bahlanka, le dikamele, le ditonki. Jakobo a utlwa dipuo tsa bara ba Labane, tse reng: “Jakobo o nkile tsohle tseo e neng e le tsa ntata rona, mme leruo lena lohle o le fumane ka tse tswang ho ntata rona.” Jakobo a tadima sefahleho sa Labane, mme a bona hore ha se sa le jwaloka maoba le maobane. Yaba Morena o re ho Jakobo: “Kgutlela naheng ya bo-ntatao le ho bang ka wena, mme ke tla ba le wena.” Jwale Jakobo a romela hore a bitsetswe Ragele le Lea, ba tle naheng, mohlapeng wa hae, mme a re ho bona: “Ke bona hore sefahleho sa ntata lona ha se sa le jwaloka maoba le maobane. Empa Modimo wa ntate o nnile a ba le nna. Le a tseba hore ke sebeleditse ntata lona ka matla a ka wohle; feela ntata lona o nqhekanyeditse, mme ka makgetlo a leshome a fetola moputso wa ka. Empa Modimo ha a a ka a mo dumella ho nketsetsa bokgopo. Ha a ne a re: Moputso wa hao e tla ba tse rolo, le tse tshasana; mohlape wohle o ne o ye o tswale tse rolo, le tse tshasana, mme ha a ne a re: Moputso wa hao e tla ba tse phatshwana, le tse thoboshana; mohlape wohle o ne o ye o tswale tse phatshwana, le tse thoboshana. Modimo o amohile ntata lona diphoofolo tsa hae, mme a nnea tsona. “Ka nako eo mohlape o nehelwang ka yona, eitse ha ke phahamisa mahlo, ka bona torong hore diphooko tse neng di tlolela mohlape e ne e le tse rolo le tse phatshwa, le tse putswa. “Lengeloi la Morena la re ho nna torong: Jakobo! “Ka re: Ke nna enwa! “Yaba le re: Phahamisa mahlo, o bone; diphooko tsohle tse tlolelang mohlape ke tse rolo, le tse phatshwa, le tse putswa, hobane ke bone tsohle tseo Labane a di etsang ho wena. Ke nna Modimo wa Bethele, mane moo o neng o tshele mokolokotwane ka ole, mme wa nketsetsa kano teng. Jwale tsamaya, o tlohe naheng ena, mme o kgutlele naheng eo o tswaletsweng ho yona. ” Yaba bo-Ragele le Lea ba arabela, ba re: “Na re sa na le seabo le lefa tlung ya ntata rona? Na ha a ya re nka re se re le baditjhaba? O re rekisitse, mme o jele dikgomo tsa bohadi ba rona! Maruo wohle ao Modimo a a amohileng ntata rona, ke a rona le a bana ba rona. Jwale etsa tsohle tseo Modimo a o boleletseng tsona.” Yaba Jakobo o a ema, o palamisa bana ba hae, le basadi ba hae dikameleng. A kganna diphoofolo tsa hae kaofela, a nka le thepa ya hae yohle, eo a e sebeleditseng, le leruo la diphoofolo leo a le fumaneng Padane-Arame, a kgutlela ho ntatae Isaka, naheng ya Kanana. Ha Labane a ilo kuta dinku tsa hae, Ragele a utswa medimo ya lelapa la ntatae. Jakobo a thobela Labane wa Moarame, hobane o ne a sa ka a mmolella hore o lekgatheng la ho tsamaya. A baleha le tsohle tsa hae, mme ha a tloha a tshela noka ya Euferatese, a leba thabeng ya Gileade. Ka letsatsi la boraro Labane a tsebiswa hore Jakobo o balehile. Yaba o nka bana babo, o lelekisa Jakobo ka matsatsi a supileng, mme a fihla ho yena thabeng ya Gileade. Empa Modimo a fihla ho Labane wa Moarame ka toro, bosiu, a re ho yena: “Hlokomela, o se ke wa buisa Jakobo hantle kapa hampe.” Labane a fihla ho Jakobo, moo Jakobo o hlomileng tente ya hae thabeng, mme Labane le bana babo le bona ba hloma ditente tsa bona thabeng ya Gileade. Yaba Labane o re ho Jakobo: “O entseng, ha o nthobetse tjee, mme o nkile baradi ba ka jwalokaha eka ba hapilwe ntweng? Ke hobaneng ha o balehile ka lenyele, o nthobetse, mme o sa ka wa ntsebisa, athe nka be ke o feleheditse ka thabo le ka dipina, le ka meropa le ka harepa? Ke hobaneng o sa mphang sebaka sa hore nke ke ake bara ba ka le baradi ba ka? Ruri o sebeditse ka bothoto. Ke na le matla a ho o etsa hampe, empa ka bosiu bo fetileng Modimo wa ntatao o ile a bua le nna, a re: Hlokomela, o se ke wa buisa Jakobo hantle kapa hampe. Jwale ha o tsamaile, hobane o ne o se o hlolohetswe lelapa leno, medimo ya ka yona o e utsweditseng?” Jakobo a araba, a re ho Labane: “Ke hobane ke ne ke tshaba, ke hopola hore o tla nkamoha baradi ba hao ka dikgoka. Mang kapa mang eo medimo ya hao e tla fumanwa ho yena, a ke ke a phela. Batla seng seo sa hao, moo bana babo rona ba ntseng ba bona, o se nke!” Jakobo o ne a sa tsebe hore Ragele o utswitse medimo eo. Labane a kena ka tenteng ya Jakobo, le ka tenteng ya Lea, le ka tenteng ya makgabunyane a mabedi, empa a se ke a fumana medimo eo. A tswa ka tenteng ya Lea, a kena ka tenteng ya Ragele. Ragele o ne a nkile medimo ya ntatae, a e beile katlasa qhana ya kamele mme a dutse hodima yona. Labane a phenya hohle ka tenteng, empa a se ke a e fumana. Yaba Ragele o re ho ntatae: “Morena ka, o se ke wa nkgalefela, ha e le mona ke sitwa ho ema kapele ho wena, hobane ke ile dinakong tsa ka.” Labane a batla, empa a se ke a fumana medimo ya lelapa la hae. Jwale Jakobo a halefa, a omanya Labane. Jakobo a re ho Labane: “Molato wa ka ke ofe? Sebe sa ka ke sefe, ha e le moo o ntelekisa ka matla tjee? Ha e le moo o phentse diphahlong tsa ka tsohle, o fumane eng ya diphahlo tsa hao? E bee mona, kapele ho bana beso le bana beno, e le hore ba tle ba re ahlolele. “Ka dilemo tsena tse mashome a mabedi tseo ke bileng le wena ka tsona, dinku tsa hao le dipodi tsa hao ha di a ka tsa folotsa, mme ha ke eso ka ke itjella dipheleu tsa mohlape wa hao. Ha ke a ka ka o tlitsetsa tse harotsweng ke dibatana; tseo e ile ya eba tse senyehetseng nna, hobane o ile wa di batla matsohong a ka, ebang di ne di utswitswe motsheare kapa bosiu. Motsheare letsatsi le ne le ntjhesa, bosiu ke hatsela, mme ke hlobaela. Ke seo ke neng ke le sona. Ka lemo tsena tse mashome a mabedi ke bile ka tlung ya hao; ka tse leshome le metso e mene tsa tsona ka sebeletsa ho fumana baradi ba hao ba babedi, mme ka lemo tse tsheletseng ka sebeletsa mehlape ya hao. Ka makgetlo a leshome o ile wa fetola moputso wa ka. Hoja Modimo wa ntate, Modimo wa Aborahama, ya tshajwang ke Isaka, ha a a ka a ba lehlakoreng la ka, ruri jwale o ka be o ntokolotse ke itlhophere! Modimo o ile a bona matshwenyeho a ka, le mosebetsi wa diatla tsa ka, mme a o kgalemela bosiung bo fetileng.” Yaba Labane o a araba, o re ho Jakobo: “Baradi bana ke baradi ba ka, bana bana ke bana ba ka, le mohlape ona ke mohlape wa ka, mme le tsohle tseo o di bonang ke tsa ka. Empa kajeno nka etsang ho baradi ba ka, le ho bana bao ba ba tswetseng? Tloo jwale, re etse selekane le wena, mme e be bopaki pakeng tsa rona le wena.” Jakobo a nka lejwe, a hloma mokolokotwane. Yaba Jakobo o re ho bana babo: “Bokellang majwe!” Ba nka majwe ba etsa qubu, mme ba jella qubung eo. Labane a re qubu eo ke Jegare-Sahaduta, empa Jakobo yena a e bitsa Galede. Labane a re: “Qubu ena ke paki pakeng tsa rona le wena kajeno.” Ka lebaka leo a e bitsa Galede, mme mokolokotwane a o bitsa Misepa, hobane o ile a re: “Morena a lebele pakeng tsa rona le wena, ha re se re arohane. Haeba o ka hlorisa baradi ba ka, kapa haeba o ka inkela basadi ba bang kantle ho baradi ba ka, le hoja ho se na motho ya nang le rona, bona, Modimo ke paki pakeng tsa rona le wena.” Yaba Labane o re ho Jakobo: “Bona qubu ena le mokolokotwane ona, oo ke o beileng pakeng tsa rona le wena. Qubu ena ke paki, le mokolokotwane ona ke paki ya hore nke ke ka feta mokolokotwane ona, le wena o ke ke wa feta mokolokotwane ona ho tla ntwantsha. Modimo wa Aborahama, le Modimo wa Nakore, le Modimo wa bo-ntata bona, a re ahlolele.” Jwale, Jakobo a hlapanya ka Ya Tshajwang ke ntatae Isaka. Jakobo a etsa sehlabelo thabeng, a bitsa bana babo ho tla ja; yaba ba ja, ba robala thabeng. Labane a tsoha ka madungwadungwana, a aka ditloholo tsa hae, le baradi ba hae, a ba hlohonolofatsa, yaba o a tsamaya, o kgutlela ha hae. Ha Jakobo a ntse a tswela pele leetong la hae, mangeloi a Modimo a kopana le yena, mme yare ha Jakobo a a bona, a re: “Lena ke lebotho la Modimo!” Yaba o rea sebaka seo lebitso la Mahanaime. Jakobo a eteletsa maqosa pele ho ya ho moholwane wa hae Esau, naheng ya Seire, lefatsheng la Edomo. A laela maqosa ao, a re: “Le tle le bue tjena ho morena ka, Esau: Mohlanka wa hao, Jakobo, o bua tjena: Ke ne ke jakile ha Labane, ka dula teng ho fihlela jwale. Ke na le dikgomo, le ditonki, le mehlape ya dinku, le bahlanka, le makgabunyane, mme ke behela wena morena wa ka hore o tle o nkgauhele. ” Maqosa a kgutlela ho Jakobo, a re: “Re ile ra fihla ho moholwane wa hao Esau, mme le yena o ntse a etla ho tla o kgahlanyetsa, a ena le banna ba makgolo a mane.” Jakobo a tshoha haholo, a tshwenyeha. A arola batho bao a neng a ena le bona, le mehlape ya dinku le ya dikgomo, le dikamele, a etsa dihlopha tse pedi. Yaba o re: “Haeba Esau a ka fihla sehlopheng sa pele, a se ripitla, sehlopha se setseng se tla phonyoha.” Jakobo a rapela, a re: “Modimo wa ntate Aborahama, le Modimo wa ntate Isaka, wena Morena ya itseng ho nna: Kgutlela naheng ya heno le ho bang ka wena, mme ke tla o tswela molemo, ha ke tshwanelwe ke mohau wohle le botshepehi bohle, e leng tseo o sebeleditseng mohlanka wa hao ka tsona. Ke ne ke tshele Jorodane ke nkile molamu wa ka feela, empa jwale ke na le dihlopha tse pedi. Ke a o rapela, ako nnamolele matsohong a moholwane wa ka, matsohong a Esau, hobane ke a mo tshaba, esere a tla, a mpolaya le basadi le bana. Hape wa na wa re: Ke tla o tswela molemo, ke atise ditloholo tsa hao, di be kaalo ka lehlabathe la lewatle, le ke keng la balwa ka baka la bongata. ” A robala moo bosiung boo, mme ho tseo a di ruileng a ntshetsa moholwane wa hae Esau mpho. E ne e le dipodi tse makgolo a mabedi, le diphooko tse mashome a mabedi; dinku tse makgolo a mabedi, le dipheleu tse mashome a mabedi; dikamele tse nyantshang tse mashome a mararo mmoho le dipetsana tsa tsona; dikgomo tse mashome a mane, le dipoho tse leshome; le ditonki tse mashome a mabedi tse tshehadi, le dipetsana tse leshome. Tsena a di nea bahlanka ba hae, mohlape ka mong o tsamaya ka bowona, mme a re ho bahlanka ba hae: “Nketelleng pele, mehlape ya lona e sielane sebaka dipakeng.” A laela ya kgannang mohlape wa pele, a re: “Ha o teana le Esau, moholwane wa ka, mme a o botsa, a re: O mohlanka wa mang? O ya kae? Dintho tsee, tseo o di kgannang, ke tsa mang?>*** Wena o tle o re: Ke tsa mohlanka wa hao Jakobo; ke mpho eo a e romelang ho morena wa ka Esau. Le yena o ntse a etla kamorao ho rona. ” A laela le ya kgannang mohlape wa bobedi, le wa boraro, le bohle ba kgannang mehlape, a re: “Le lona le tle le bue jwalo ho Esau, ha le teana le yena, mme le be le re: Le yena mohlanka wa hao Jakobo o ntse a etla kamorao ho rona. ” Jakobo o ne a re: “Ke tla mo thoba pelo ka dimpho tse nketeletseng pele, mme hamorao ha ke tadimana le yena, mohlomong a ka nkamohela.” Dimpho tseo tsa mo etella pele, yena a robala moo a neng a hlomile teng. Bosiung bona boo Jakobo a tsoha, a nka basadi ba hae ba babedi le makgabunyane a hae a mabedi, le bara ba hae ba leshome le motso o mong, a tshela ledibohong la Jaboko. A ba nka, a ba tshedisa noka, a tshedisa le tseo a nang le tsona. Yaba Jakobo o sala a inotshi mme a kolokotjhana le monna e mong ho fihlela mafube a hlaha. Monna eo ha a bona hore a ke ke a hlola Jakobo, a mo nonyetsa nokeng, mme ka hona noka ya Jakobo ya nonyetseha ha ba ntse ba kolokotjhana. Yaba monna eo o re: “Ntlohele ke tsamaye, hobane mafube a hlahile!” Empa Jakobo a re: “Ha nka ke ka o tlohela wa tsamaya, haese haeba o ka ntlhohonolofatsa!” Eo a re ho Jakobo: “Lebitso la hao a mang?” Yena a re: “Ke Jakobo.” Yaba monna eo o re: “Ha o sa tla hlola o bitswa Jakobo, empa o tla bitswa Iseraele, hobane o lwanne le Modimo le batho, mme o hlotse.” Jakobo a mmotsa, a re: “Ako mpolelle lebitso la hao hle!” Empa eo a re: “O mpotsetsang lebitso la ka?” Yaba o mo hlohonolofaletsa hona moo. Jakobo a rea sebaka seo lebitso la Peniele, hobane o ne a re: “Ke bone Modimo ka mahlo, empa ke ntse ke phela.” Letsatsi la mo tjhabela ha a feta Peniele, a ntse a hlotsa, ka baka la noka ya hae. Ka baka lena, le kajenoya-bokajeno Baiseraele ha ba je mosifa wa noka, o lenonyeletsong la noka, kaha Jakobo a ne a nonyetswe mosifeng oo wa noka. Jakobo a phahamisa mahlo, a tadima, mme a bona Esau a etla a ena le banna ba makgolo a mane. Yaba o arola bana: Ba Lea, le ba Ragele, le ba makgabunyane a mabedi. A eteletsa makgabunyane le bana ba wona pele, a latelwa ke Lea le bana ba hae, mme bo-Ragele le Josefa ba eba kamorao ho bohle. Jakobo yena a fetela kapele ho bona, a itihela fatshe hasupa, ho fihlela a atamela ho ngwanabo. Empa Esau a matha ho mo kgahlanyetsa, a mo kopa molaleng, a mo aka, mme ba lla. Yare ha Esau a phahamisa mahlo, mme a bona basadi le bana, a re: “Ke bo-mang baa ba nang le wena?” Jakobo a re: “Ke bana bao Modimo a ba fileng mohlanka wa hao ka mohau.” Makgabunyane a atamela, wona le bana ba wona, mme a itihela fatshe. Lea le yena a atamela le bana ba hae, mme ba itihela fatshe. Qetellong ha atamela Josefa le Ragele, le bona ba itihela fatshe. Yaba Esau o re: “O bolela eng ka dihlopha tsee tsohle, tseo ke kopaneng le tsona?” Jakobo a re: “Ke hore morena ka a nkgauhele.” Empa Esau a re: “Ha ke hloke letho ngwaneso, ipolokele seo a nang le sona.” Jakobo a re: “Tjhe bo, ke a o rapela; haeba o nkgauhetse, amohela mpho eo ke o neang yona, hobane ke bone sefahleho sa hao, jwalokaha eka ke bona sefahleho sa Modimo, mme wa nkamohela ka thabo. Ako amohele mpho ya ka hle, eo ke o tliseditseng yona, hobane Modimo o ile a nkgauhela, le hobane ke na le tse ntekaneng.” A mo pheella, mme Esau a amohela mpho eo. Jwale Esau a re: “A re tsamayeng, mme ke tla le etella pele.” Jakobo a re ho yena: “Morena ka o a tseba hore bana ba a fokola, ke na le mehlape ya dikgomo le ya dinku e nyantshang, mme ha di ka potlakiswa letsatsi le le leng feela, mehlape yohle e tla shwa. Ke kopa hore morena ka a etelle mohlanka wa hae pele, mme nna ke tla tsamaya butle, ke iketlile, ho latela mokgwa oo dikgomo tseo ke di qhobang di tsamayang ka wona, le ho latela mokgwa oo bana ba tsamayang ka wona, ho fihlela ke fihla Seire, ho morena wa ka.” Yaba Esau o re: “A nke ke o siele banna ba bang ba ka.” Empa Jakobo a re: “Hobaneng? Ha ke mpe ke hauhelwe ke morena ka.” Ka lona letsatsi leo Esau a kgutlela Seire; Jakobo yena a ya Sukote, a ikgahela ntlo teng, a hahela le mehlape ya hae masaka. Ka baka leo, a rea sebaka seo lebitso la Sukote. Jakobo a fihla ka kgotso motseng wa Shekeme, naheng ya Kanana, a etswa Padane-Arame; a hloma ditente tsa hae pela motse oo. Setsha seo a hlomileng tente ya hae ho sona a se reka ho bara ba Hamore, ntata Shekeme, ka ditjhelete tse lekgolo. A haha aletare teng, a e bitsa Modimo, Modimo wa Iseraele. Jwale Dina, moradi wa Lea, eo a mo tswaletseng Jakobo, a tjhakela barwetsana ba naha eo. Ha Shekeme, mora wa Hamore wa Mohife, kgosana ya naha eo, a mmona, a mo tshwara, a mmeta, a mo hlompholla. Pelo ya Shekeme ya kgomarela Dina, moradi wa Jakobo; a rata mosetsana eo, mme a bua le yena hamonate, a leka ho hapa pelo ya hae. Yaba Shekeme o bua le ntatae Hamore, o re: “Nkopele morwetsana enwa e tle e be mosadi wa ka.” Jakobo a utlwa hore Shekeme o tlontlolotse moradi wa hae, Dina. Kaha bara ba hae ba ne ba le mehlapeng, naheng, Jakobo a kgutsa ho fihlela ba fihla. Hamore, ntata Shekeme, a ya ho buisana le Jakobo. Ha bara ba Jakobo ba kgutla naheng, ba utlwa taba ena. Banna bana ba tlalwa ke dipelo, ba halefa haholo, hobane Shekeme o ne a tlisitse manyala Iseraeleng, ka ho beta moradi wa Jakobo, e leng ntho e sa tshwaneleng ho etswa. Yaba Hamore o bua le bona, o re: “Moya wa mora wa ka Shekeme o labalabela moradi wa hao; ke a le rapela, mo neeng yena e be mosadi wa hae. A re nyallaneng; re neeng baradi ba lona, mme le lona le inkele baradi ba rona. Le tla ahisana le rona, le phele moo le ratang teng naheng ena; le ahe ho yona, le hwebe ho yona, mme le rue ka yona.” Shekeme a re ho ntata morwetsana le ho dikgaitsedi tsa hae: “Nkgauheleng, mme eng kapa eng eo le e batlang ho nna le tla e fumana. Ereng ke ntshe bohadi bo bongata le dimpho tse ngata, mme ke tla le nea kamoo le batlang kateng, ha feela le ka mpha mosetsana hore e be mosadi wa ka.” Bara ba Jakobo ba arabela Shekeme le ntatae Hamore ka mano, hobane o ne a ile a silafatsa kgaitsedi ya bona, Dina. Ba re ho yena: “Re ke ke ra etsa ntho e kang ena, ra nea kgaitsedi ya rona leqai, hobane hoo ho ka re tlontlolla. Re ka dumela feela haeba le dumela ho ba jwaloka rona: e mong le e mong wa lona e motona a bolotswe. Jwale ke hona re ka le neang baradi ba rona, le rona ra inkela baradi ba lona, ra aha le lona, ra ba setjhaba se le seng. Empa haeba le sa re mamele, mme le sa bolle, re tla nka kgaitsedi ya rona, re tsamaye.” Dipolelo tsa bona tsa thabisa Hamore le mora wa hae Shekeme. Mohlankana a se ke a ba a dieha ho phetha taba eo, hobane o ne a kgahlilwe ke moradi wa Jakobo. Shekeme o ne a hlomphuwa ho feta bohle lapeng labo. Yaba Hamore le mora wa hae Shekeme ba fihla kgorong ya motse wa habo bona, ba bua le batho ba motse oo, ba re: “Batho bana ke batho ba kgotso; a re ba dumelleng ho aha le ho hweba naheng ena. Naha ena e kgolo, e ka ba lekana; a re nyallaneng le bona. Banna bana ba ka dumela ho aha le rona, hore e be setjhaba se le seng le rona, ha feela e mong le e mong e motona wa rona a ka bolotswa, jwalokaha le bona ba bolotse. Na dikgomo tsa bona, le maruo a bona, le diphoofolo tsohle tsa bona, ha e na ho ba tsa rona? Rona a re dumellaneng feela le bona, mme ba tla aha le rona.” Banna bohle ba motse ba mamela Hamore le mora wa hae Shekeme, mme banna bohle ba motse ba bolotswa. Ka letsatsi la boraro, ha batho bana ba ntse ba petla, bara ba babedi ba Jakobo, Simeone le Levi, dikgaitsedi tsa Dina, ba nka disabole tsa bona, ba futuhela motse lesumatha, ba bolaya bohle ba batona. Ba bolaya Hamore le mora wa hae Shekeme ka sabole, mme ba ntsha Dina ka tlung ya Shekeme, ba itsamaela. Bara ba Jakobo ba fihla ho ba bolailweng, ba hapa matlotlo a motse wohle, kaha kgaitsedi ya bona e ne e tlontlollotswe. Ba nka mehlape ya bona ya dinku, le ya dikgomo, le ditonki tsa bona, le tsohle tse neng di le motseng le naheng. Ba hahara le maruo a bona wohle, le bana ba bona le basadi ba bona bohle; le tsohle tse neng di le ka matlung a bona ba di hapa, ya eba thepa ya bona. Yaba Jakobo o re ho Simeone le Levi: “Le ntliseditse tsietsi ka ho ntlhobohanya le baahi ba naha ena, e leng Bakanana le Baperise. Palo ya batho ba ka e a fokola, mme haeba ba ka ikopanya, ba ntwantsha, nna le ba ntlo ya ka re tla timetswa.” Empa bona ba re: “A etse kgaitsedi ya rona jwalokaha eka ke seotswa?” Modimo a re ho Jakobo: “Tsamaya, o nyolohele Bethele, o yo aha teng; teng o hahele Modimo aletare, Modimo ya iponahaditseng ho wena, ha o ne o baleha moholwane wa hao Esau.” Jakobo a re ho ba lelapa la hae le ho bohle ba neng ba ena le yena: “Tlosang medimo esele e teng hara lona, le itlhwekise, le apare diaparo disele, tse hlwekileng. Jwale re yeng, re nyoloheleng Bethele, mme teng ke tla hahela Modimo aletare, yena ya ileng a nkarabela matsatsing a mahlomola a ka, ya bileng le nna maetong wohle a ka.” Ba nea Jakobo medimo esele kaofela ha yona, le masale a neng a le ditsebeng tsa bona; tsena tsohle Jakobo a di tjhekela tlasa sefate sa eike, pela Shekeme. Yaba ba tswela pele leetong la bona, Modimo a kenya tshabo e kgolo metseng eo ba neng ba feta ho yona, hoo baahi ba yona ba sa kang ba futuhela bara ba Jakobo. Jakobo le batho bohle ba neng ba ena le yena ba fihla Lose, e leng Bethele e naheng ya Kanana. A haha aletare hona teng, mme sebaka seo a se rea lebitso la Modimo wa Bethele, hobane ke moo Modimo a ileng a iponahatsa ho yena teng, ha a ne a baleha ngwanabo Esau. Yaba Debora, mohodisi wa Rebeka, o a hlokahala; a epelwa tlasa sefate sa eike, tlase ho Bethele, mme sebaka seo sa rewa lebitso la Eike ya Dillo. Modimo a boela a iponahatsa ho Jakobo, hoba a kgutle Padane-Arame, mme a mo hlohonolofatsa. A re ho yena: “Lebitso la hao o Jakobo; feela ha o sa tla hlola o bitswa Jakobo, empa o tla bitswa Iseraele,” mme a mo rea lebitso la Iseraele. Modimo a re ho yena: “Ke nna Modimo ya matla wohle: Ata, o ngatafale; ho wena ho tla tswa setjhaba, sehlopha sa ditjhabatjhaba, mme o tla tswala dikgosi. Naha eo ke e neileng Aborahama le Isaka, ke tla o nea yona, wena le ditloholo tsa hao.” Jwale Modimo a nyoloha, a mo siya sebakeng seo a neng a bue le yena a le ho sona. Jakobo a hloma mokolokotwane wa lejwe moo Modimo a neng a bue le yena teng; a tshela seno sa nyehelo hodima wona, a ba a o tshela ka ole. Sebaka sena seo Modimo a neng a bua le yena a le ho sona, Jakobo a se rea lebitso la Bethele. Yaba ba tloha Bethele, mme yare ba se ba le haufinyana le ho fihla Eferata, Ragele a tshwarwa ke mahlaba a pelehi, mme a thatafallwa. Ha a ntse a thatafaletswe ke pelehi, mmelehisi a re ho yena: “O se ke wa tshaba, hobane o tla tswala mora e mong hape.” Empa yare ha a le lekgatheng la ho neela moya, hobane o ile a shwa, a rea mora eo lebitso la Bene-Oni, empa ntatae a mo rea lebitso la Benjamine. Ragele a shwa, mme a epelwa tseleng e lebang Eferata, e leng Betlelehema. Lebitleng la hae Jakobo a haha sefika; ke sefika sa lebitla la Ragele se ntseng se le teng le kajenoya-bokajeno. Iseraele a tswela pele leetong la hae, a hloma tente ya hae ka nqane ho Tora ya Dinku. Ha Iseraele a ntse a ahile naheng eo, Rubene a ya robala le Bileha, mosadi wa ntatae wa lefielo, mme Iseraele a tseba taba eo. Jakobo o ne a ena le bara ba leshome le metso e mmedi kaofela. Bara ba Lea ke: Rubene, letsibolo la Jakobo, le Simeone, le Levi, le Juda, le Isakare, le Sabulone. Bara ba Ragele ke Josefa le Benjamine. Bara ba Bileha, lekgabunyane la Ragele, ke Dane le Nafthali. Bara ba Silepa, lekgabunyane la Lea, ke Gade le Ashere. Bana ke bara ba Jakobo bao a ba tswetseng ha a le Padane-Arame. Jakobo a fihla ho ntatae Isaka, ha a le Mamore, motseng wa Kiriate-Areba, e leng Heborone, moo Aborahama le Isaka ba neng ba jakile teng. Ditshiu tsa ho phela ha Isaka e bile dilemo tse lekgolo le mashome a robedi. Yaba Isaka o neela moya, a shwa, a orohela ho ba habo, a hodile, a atetswe ke ditshiu, mme bara ba hae, Esau le Jakobo, ba mo epela. Lena ke leloko la Esau, e leng Edomo. Esau o ile a nyala basadi ba Bakanana: Ke Ada, moradi wa Elona wa Mohete; Oholebama, moradi wa Ana, mora wa Sibone wa Mohife; le Basemate, moradi wa Ishemaele, kgaitsedi ya Nebajote. Ada a tswalla Esau Elefase; Basemate a tswala Reuele, mme Oholebama a tswala Jeushe, le Jalame, le Kora. Bana ke bara ba Esau ba tswaletsweng naheng ya Kanana. Jwale Esau a nka basadi ba hae, le bara ba hae, le baradi ba hae, le bohle ba lelapa la hae; le dikgomo tsa hae, le diphoofolo tsa hae kaofela, le maruo wohle ao a a fumaneng naheng ya Kanana; a ya naheng ya Seire, hole le ngwanabo Jakobo. Maruo a bona a ne a le mangata hoo ba neng ba ke ba aha mmoho; naha eo ba neng ba jakile ho yona e ne e ke ke ya hlola e ba phedisa, ka baka la mehlape ya bona. Yaba Esau o aha dithabeng tsa Seire. Esau ke Edomo. Lena ke leloko la Esau, eo e leng ntata Baedomo ba phelang dithabeng tsa Seire. Ana ke mabitso a bara ba Esau: Elefase, mora wa Ada, mosadi wa Esau; Reuele, mora wa Basemate, mosadi wa Esau. Bara ba Elefase e ne e le Temana, le Omare, le Sefo, le Gatame, le Kenase. Timina e ne e le mosadi wa lefielo wa Elefase, mora wa Esau, mme eo a tswalla Elefase Amaleke. Bana ke bara ba Ada, mosadi wa Esau. Bara ba Reuele ke bana: Nahate, le Sera, le Shamma, le Misa. Bana ke bara ba Basemate, mosadi wa Esau. Bana ke bara ba Oholebama, moradi wa Ana, mora wa Sibone, mosadi wa Esau. O ile a tswalla Esau Jeushe, le Jalame, le Kora. Ana ke mahosana a bara ba Esau. Bara ba Elefase, letsibolo la Esau, ke bo-kgosana Temana, le Omare, le Sefo, le Kenase, le Kora, le Gatame, le Amaleke. Ana ke mahosana a tswetsweng ke Elefase, naheng ya Edomo; ke bara ba Ada. Bana ke bara ba Reuele, mora wa Esau: bo-kgosana Nahate, le Sera, le Shamma, le Misa. Ana ke mahosana a tswetsweng ke Reuele, naheng ya Edomo. Ke bara ba Basemate, mosadi wa Esau. Bana ke bara ba Oholebama, mosadi wa Esau: Bo-kgosana Jeushe, le Jalame, le Kora. Anna ke mahosana a tswetsweng ke Oholebama, moradi wa Ana, mosadi wa Esau. Bana ke bara ba Esau, eo e leng Edomo, mme ana ke mahosana a bona. Bana ke bara be Seire wa Mahore, bao e leng baahi ba naha: Lotane, le Shobale, le Sibone, le Ana; le Dishone, le Esere, le Dishane; ana ke mahosana a Bahore, bara ba Seire wa naha ya Edomo. Bara ba Lotane e ne e le Hori le Hemame, mme kgaitsedi ya Lotane e ne e le Timina. Bana ke bara ba Shobale: Alefane, le Manahate, le Ebale, le Shefi, le Oname. Bana ke bara ba Sibone: Aya le Ana. Enwa ke Ana yane wa ho fumana sediba sa metsi a tjhesang, lehwatateng, ha a ntse a alositse ditonki tsa ntatae Sibone. Bana ke bara ba Ana: Dishone le Oholebama, moradi wa Ana. Bana ke bara ba Dishone: Hemedane, le Eshebane, le Jiterane, le Kerane. Bana ke bara ba Esere: Bilehane, le Saafane, le Akane. Bara ba Dishane ke Use le Arane. Ana ke mahosana a Bahore: bokgosana Lotane, le Shobale, le Sibone, le Ana, le Dishone, le Esere, le Dishane. Ana ke mahosana a Bahore, ho ya ka merabe ya wona, naheng ya Seire. Tsena ke dikgosi tse busitseng naheng ya Edomo, ho eso be le kgosi e busang Baiseraele. Bela, mora wa Beora, a na a busa Edomo, mme lebitso la motse wa hae e ne e le Dinehaba. Bela a shwa, mme Jobaba, mora wa Sera wa Bosera, a busa bakeng sa hae. Jobaba a shwa, me Hushame wa naheng ya Batemana, a busa bakeng sa hae. Hushame a shwa, mme Hadade, mora wa Bedade, ya neng a hlole Bamidiane naheng ya Moabe, a busa bakeng sa hae. Lebitso la motse wa hae e ne e le Afite. Hadade a shwa, mme Samela wa Masereka a busa bakeng sa hae. Samela a shwa, mme Shaule wa Rehobote e lebopong la Euferatese, a busa bakeng sa hae. Shaule a shwa, mme Baale-Hanane, mora wa Akabore, a busa bakeng sa hae. Baale-Hanane, mora wa Akabore, a shwa, Hadare a busa bakeng sa hae, mme lebitso la motse wa hae e le Pau. Lebitso la mosadi wa hae e ne e le Mehetabela, moradi wa Materede, moradi wa Me-Sahabe. Ana ke mabitso a mahosana a tswetsweng ke Esau, ho ya ka malapa a wona, le ka dibaka tseo a ahileng ho tsona, le ka mabitso a wona: bokgosana Timina, le Alefa, le Jetete, le Oholebama, le Ela, le Pinone, le Kenase, le Temana, le Mebisare, le Magedeele, le Irame. Ana ke mahosana a Edomo, ke ho re Esau, ntata Baedomo, ho ya ka dibaka tseo a ahileng ho tsona, naheng eo e leng ya wona. Jakobo a aha naheng eo ntatae a neng a jakile ho yona, naheng ya Kanana. Tsena ke ditaba tsa lelapa la Jakobo. Josefa ha a ena le dilemo tse leshome le metso e supileng o ne a disa mehlape le bana babo. Moshanyana enwa o ne a ena le bara ba Bileha le Silepa, basadi ba ntatae, mme Josefa a bolella ntatae ditaba tsa bona tse mpe. Iseraele o ne a rata Josefa ho feta bana ba hae bohle, hobane e ne e le ngwana eo a mo fumanetseng boqhekung ba hae, mme a mo etsetsa seaparo se selelele, se fihlang matsohong le maotong. Ha bana babo ba bona hore ntata bona o mo rata ho feta bana babo kaofela, ba mo hloya, ba se ke ba mmuisa ka kgotso. Yaba Josefa o lora toro, mme ha a e phetela bana babo, ba mo hloya ka ho fetisa. A re ho bona: “Utlwang toro eo ke e lorileng: Re ne re tlama dihlopha tshimong, mme ka bona sehlopha sa ka se tsoha, se ema tswee! Ka bona dihlopha tsa lona di ema, di se potapota, mme di se kgumamela.” Bana babo ba re ho yena: “Na ruri o tla re busa? Kapa na ruri o tla rena hodima rona?” Ba tswela pele ho mo hloya haholo, ka baka la ditoro tseo tsa hae, le ka baka la dipolelo tseo tsa hae. A boela a lora toro e nngwe, mme a e phetela bana babo, a re: “Mamelang, ke lorile toro e nngwe hape: letsatsi, le kgwedi, le dinaledi tse leshome le motso o mong di ne di nkgumamela.” Empa yare ha a phetela ntatae le bana babo toro eo, ntatae a mo omanya, a re ho yena: “Ke toro nngwe ee, eo o e lorileng? Na ruri nna, le mmao, le bana beno, re tla o kgumamela?” Bana babo ba mo honohela, empa ntatae yena a nna a nahana polelo eo. Yaba bana babo ba ya Shekeme ho ya alosa mohlape wa ntata bona. Iseraele a re ho Josefa: “Ha ke re bana beno ba aloseditse Shekeme? Tloo, ke o rome ho bona.” Josefa a re ho yena: “E, ho lokile.” Yaba Iseraele o re ho yena: “Ako ye, o yo bona hore na bana beno ba ntse ba phela hantle, le mohlape na, mme o kgutle o tlo mpolella.” Ha a mo roma ba ne ba le kgohlong ya Heborone. Josefa a tsamaya, a ya fihla Shekeme. Monna e mong a mo fumana a ntse a lelera hara naha, mme monna eo a mmotsa, a re: “O batlang?” Josefa a re: “Ke batla bana beso; ako mpolelle hle, moo ba aloseditseng teng.” Monna eo a re: “Ba se ba tlohile; ke ile ka ba utlwa ba re: A re yeng Dotane. ” Yaba Josefa o latela bana babo, mme a ba fumana Dotane. Ba mmona a sa le hole, mme yare a eso atamele ho bona ba rera ho mmolaya. Ba buisana, ba re: “Raditoro ke eo a etla. Tloong jwale, re mmolayeng, re mo akgeleng ka ho le leng la madumela. Re tla re sebatana se mo jele, mme re tla bona hore na ditoro tsa hae di tla fella kae.” Empa ha Rubene a utlwa hona, a mo namolela matsohong a bona, a re: “A re se keng ra mmolaya.” A boela a re: “Se tsholleng madi; mo akgeleng ka ledumeleng lena le lehwatateng, empa le se ke la mo isa matsoho.” E ne e le hore a tle a mo namolele matsohong a bona, a mo kgutlisetse ho ntatae. Yare ha Josefa a fihla ho bana babo, ba mo hlobodisa seaparo sa hae se fihlang matsohong le maotong, seo a neng a se apere; ba mo nka, ba mo akgela ka ledumeleng. Ledumela lena le ne le se na letho, le se na metsi. Jwale ba dula fatshe, ba eja. Yare ha ba phahamisa mahlo ba bona mokoloko wa Baishemaele ba tswang Gileade, ba le leetong, ba ya Egepeta, dikamele tsa bona di belesitswe boroku, le ditlolo, le mmira. Yaba Juda o re ho bana babo: “Re tla boellwa ke eng, ha re bolaya ngwanabo rona, mme re pata madi a hae? Tloong, re mo rekiseng ho Baishemaele, mme re se ke ra mo isa matsoho, hobane ke ngwanabo rona, ke nama ya rona.” Bana babo ba dumela. Yare ha bahwebi ba Midiane ba feta, ba hula Josefa, mme ba mo ntsha ka ledumeleng, ba mo rekisa ho Baishemaele ka silefera e kang boima ba dikeramo tse makgolo a mabedi le mashome a mararo, mme bao ba ya le yena Egepeta. Ha Rubene a kgutlela ledumeleng, mme a bona hore Josefa ha a yo ka ledumeleng, a hahola diaparo tsa hae, a kgutlela ho bana babo, a re: “Moshanyana ha a yo; ekaba ke tla leba kae?” Jwale ba nka seaparo sa Josefa, ba bolaya potsanyane, ba ina seaparo seo mading. Ba romela seaparo seo se fihlang matsohong le maotong, sa iswa ho ntata bona, mme ba re: “Re fumane ntho ena; ako bone hore na ke seaparo sa mora wa hao, kapa tjhe.” Iseraele a se tseba, mme a re: “Ke seaparo sa mora wa ka! Sebatana se mo jele; ruri Josefa o tsekolotswe ke sebatana.” Jakobo a hahola diaparo tsa hae, a itlama letheka ka lesela le mahwashe, a llela mora wa hae ka matsatsi a mangata. Bara ba hae bohle, le baradi ba hae bohle, ba ema ka maoto ho mo tshedisa, empa a se ke a tshediseha, a mpa a re: “Ke tla theohela Nqalong ya Bafu, ho mora wa ka, ke ntse ke lla.” Kahoo ntatae a mo llela. Bamidiane ba rekisa Josefa Egepeta, ho Potifaro, tona ya Faro le mookamedi wa balebedi. Ka yona nako eo Juda a tloha ho bana babo, a fapohela ha monna wa Adulame, eo lebitso la hae e neng e le Hira. Teng Juda a bona moradi wa Mokanana, ya bitswang Shua; a mo nyala, mme a kena dikobong tsa hae. Mosadi eo a emola, a tswala mora, mme a mo rea lebitso la Ere. A emola hape, a tswala mora, mme a mo rea lebitso la Onane. A boela a tswala mora, a mo rea lebitso la Shela. Juda o ne a le Kesibe ha Hira a tswala mora eo. Yaba Juda o nyadisa Ere, letsibolo la hae; lebitso la mosadi wa hae e ne e le Tamare. Empa Ere, letsibolo la Juda, e ne e le motho ya kgopo mahlong a Morena, mme Morena a mmolaya. Yaba Juda o re ho Onane: “Kenela mohatsa moholwane wa hao, o mo tswalle bana, kaha o ngwanabo monna wa hae.” Empa Onane o ne a tseba hore bana bao ha e na ho ba bana ba hae; kahoo ha a ne a kena dikobong tsa mosadi wa ngwanabo, o ne a ye a e tjhomolele, esere a tswalla ngwanabo bana. Seo a ileng a se etsa sa eba sebe mahlong a Morena, mme le yena Morena a mmolaya. Yaba Juda o re ho Tamare, ngwetsi ya hae: “Kgutlela heno, mme o itulele o le mohlolohadi, ho fihlela mora wa ka Shela a hola.” O ne a tshaba hore Shela le yena o tla shwa jwaloka bana babo. Yaba Tamare o a tsamaya, o ya dula habo. Ha nako e ntse e tswela pele, mosadi wa Juda, moradi wa Shua, a shwa. Ha Juda a se a tshedisehile, a nyolohela Timina ho bakuti ba dinku tsa hae, a ena le motswalle wa hae Hira, wa Adulame. Ha Tamare a bolellwa, ho thwe: “Matsala hao o nyolohela Timina ho ya kuta dinku tsa hae,” a hlobola diaparo tsa hae tsa bohlolohadi, a ikgurumetsa ka lesira, a ithatela ka lona, mme a dula kgorong ya Enaime, e tseleng e yang Timina. Tamare o ne a se a bone hore Shela o hodile, empa o ne a eso mo newe hore e be mosadi wa hae. Ha Juda a mmona, a hopola hore ke seotswa, hobane o ne a ikgurumeditse sefahleho. A fapohela ho yena kathoko ho tsela, mme a re: “Tloo, re robale le wena.” O ne a sa tsebe hore ke ngwetsi ya hae. Tamare a re: “O tla nneang, e le hore o tle o kene dikobong tsa ka?” A re: “Ke tla o romella potsanyane e tswang mohlapeng wa ka.” Yaba Tamare o re: “Na o tla bea dintho paneng ho fihlela o e romela?” Juda a re: “Ke tla bea eng paneng?” Tamare a re: “Setempe sa hao sa bopaki, le leqhwele la sona, le molamu o letsohong la hao.” A mo nea tsona, mme Juda a kena dikobong tsa hae, a mo emarisa. Jwale Tamare a ema, a itsamaela, a tlosa lesira la hae, mme a boela a apara diaparo tsa hae tsa bohlolohadi. Ha Juda a romella potsanyane ka motswalle wa hae Adulame, hore mosadi a kgutlise seo a neng a se beile paneng, a se ke a hlola a fumana mosadi eo. A botsa banna ba sebaka seo, a re: “Seotswa sela se neng se le Enaime, pela tsela, se kae?” Ba araba, ba re: “Ha ho seotswa se kileng sa eba mona.” Yaba o kgutlela ho Juda, o re: “Ha ke a se fumana!” Juda a re: “Seotswa seo se ka ipolokela dintho tseo e le tsa sona, esere ra tshehwa. O a bona, ke rometse potsanyane ena, empa ha o a ka wa fumana seotswa seo.” Kamora kgwedi tse tharo Juda a bolellwa, ha thwe: “Tamare, ngwetsi ya hao, o ile a iketsa seotswa, mme ho feta mona ke moimana ka baka la bootswa boo ba hae.” Juda a re: “Mo tliseng, mme a tjheswe!” Yare ha Tamare a tliswa, a romela molaetsa ho matsala hae, a re: “Ke emarisitswe ke mong a dintho tsena.” A re: “Ke a o botsa hle, dintho tsee ke tsa mang: Setempe sa bopaki, le leqhwele la sona, le molamu?” Juda a di tseba, mme a re: “O lokile ho mpheta, hobane ha ke a ka ka mo nea mora wa ka Shela.” A se ke a hlola a robala le yena hape. Ha nako ya hae ya ho kena tlung e fihla, ho ne ho ena le mafahla ka popelong ya hae. Yare ha a itshihlolla, ngwana e mong a ntsha letsoho, mme mmelehisi wa hae a nka kgwele a kgubedu, a mo tlama letsoho ka yona, a re: “Enwa o hlahile pele.” Empa yare ha a honyetsa letsoho la hae, yaba ngwanabo o a hlaha, mme mmelehisi a re: “Jwale wena o monyohile jwang?” A mo rea lebitso la Perese. Kamorao ha hlaha ngwanabo, ya tlamilweng ka kgwele e kgubedu letsohong la hae, mme a rewa lebitso la Sera. Josefa a theolelwa Egepeta. Potifaro, tona ya Faro le mookamedi wa balebedi, monna wa Moegepeta, a mo reka ho Baishemaele ba neng ba mo tlisitse moo. Morena a ba le Josefa, ya eba monna ya nang le katleho, a phela tlung ya monga hae wa Moegepeta. Monga hae a bona hore Morena o na le yena, le hore o atlehisa tsohle tseo a di etsang. Monga Josefa a mo hauhela, mme Josefa a mo sebeletsa. Monga hae a mo etsa mookamedi wa lelapa la hae, le molaodi wa tsohle tseo a nang le tsona. Ho tloha ka nako eo monga hae a neng a mo etsa mookamedi wa lelapa la hae, le wa tsohle tseo a nang le tsona, Morena a hlohonolofatsa lelapa la Moegepeta eo, ka baka la Josefa; mahlohonolo a Morena a ba hodima tsohle tseo a nang le tsona, lapeng le masimong. Yaba tsohle tseo a nang le tsona o di bea taolong ya Josefa, mme ha a ntse a ena le yena a se ke a tshwenngwa ke letho, haese feela ho itjella. Josefa o ne a le motle, a kgahleha. Kamora tsena mosadi wa monga hae a lakatsa Josefa, mme a re ho yena: “Robala le nna!” Empa Josefa a hana, a re ho mosadi wa monga hae: “Bona, monga ka ha a tshwenngwe ke letho ha ke le teng, tlung mona, mme tsohle tseo a nang le tsona o di beile matsohong a ka. Tlung ena ha a moholo ho nna; hape ha ho letho leo a nkganelang ka lona, haese wena, hobane o mosadi wa hae. Jwale nka etsa bokgopo bo bokaalo jwang, ka sitelwa Modimo?” Le hoja mosadi a nnile a bua le Josefa ka matsatsi wohle, ha a a ka a mo mamela, leha e le ho robala le yena, kapa le ho ba le yena. Ka tsatsi le leng Josefa a kena ka tlung ho etsa mosebetsi wa hae, mme ka tlung eo ho ne ho se na le ya mong wa bahlanka ba lelapa leo. Mosadi eo a mo tshwara ka seaparo sa hae, a re: “Robala le nna!” Empa Josefa a siya seaparo sa hae matsohong a mosadi, a balehela kantle. Yare ha mosadi a bona hore o siile seaparo sa hae matsohong a hae, o balehetse kantle, a howeletsa bahlanka ba lelapa la hae, a re ho bona: “Bonang, Potifaro o re tliseditse Moheberu ho tla re hlompholla! O kene ka ho nna ka mona ho tla robala le nna, yaba ke howeletsa ka lentswe le phahameng! Ha a utlwa ke phahamisa lentswe, ke howeletsa, a siya seaparo sa hae ho nna, a balehela kantle.” Yaba o bea seaparo seo sa Josefa pela hae, ho fihlela monga hae a fihla lapeng. A mmolella wona mantswe ao, a re: “Mohlanka enwa wa Moheberu, eo o re tliseditseng yena, o ile a kena ka ho nna ho tla mpeta, empa eitse hanghang ha ke phahamisa lentswe, ke howeletsa, a siya seaparo sena ho nna, a balehela kantle.” Yare ha monga hae a utlwa dipolelo tsena tsa mosadi wa hae, tseo a di buang ho yena, tse reng: “Mohlanka wa hao o nkentse tjena le tjena,” kgalefo ya hae ya tlokoma. Monga Josefa a mo nka, a mo kenya tjhankaneng, sebakeng seo batshwaruwa ba kgosi ba neng ba kwallwa ho sona, mme a ba moo tjhankaneng. Empa Morena a ba le Josefa, a mo hauhela, a etsa hore mookamedi wa tjhankana a mo rate. Mookamedi wa tjhankana a bea batshwaruwa bohle ba tjhankaneng tlasa taolo ya Josefa, mme tsohle tse etswang moo di ne di etswa ka taelo ya Josefa. Mookamedi wa tjhankana o ne a se a sa itshwenye ka letho le taolong ya Josefa, hobane Morena o ne a ena le yena, mme tsohle tseo a neng a di etsa Morena o ne a di atlehisa. Ha tsena di se di fetile, moqhatsetsi wa kgosi ya Egepeta le moapehi wa yona ba kgopisa morena wa bona, kgosi ya Egepeta. Faro a halefela basebeletsi bao ba hae ba babedi, e leng moqhatsetsi e moholo, le moapehi e moholo, mme a ba bea tlung ya mookamedi wa balebedi, e ka tjhankaneng, moo Josefa a neng a kwaletswe teng. Mookamedi wa balebedi ba tjhankana a laela Josefa hore a ba sebeletse, a ba fepe, mme ba qeta nako e itseng ba ntse ba kwaletswe. Ka bosiu bo bong, ba neng ba kwaletswe tjhankaneng, e leng moqhatsetsi le moapehi wa kgosi ya Egepeta, bobedi ba bona ba lora ditoro; monna ka mong a lora toro ya hae, e nang le tlhaloso ya yona. Hoseng, ha Josefa a kena ka ho bona, a ba sheba, a bona ba tshwenyehile. Yaba o botsa basebeletsi bao ba Faro ba neng ba kwaletswe le yena tlung ya monga hae, o re: “Keng ha difahleho tsa lona di hlwentse kajeno?” Ba re ho yena: “Re lorile ditoro, me ha ho ya re hlalosetsang tsona.” Josefa a re ho bona: “Na ditlhaloso hase tsa Modimo? Mpolelleng ditoro tseo, ke a le kopa.” Yaba moqhatsetsi e moholo o phetela Josefa toro ya hae, o re ho yena: “Torong ya ka ke bone sefate sa morara se le kapele ho nna, mme sefateng seo sa morara ho ne ho ena le makala a mararo. Yare ha se fuputsa, sa be se se se thunya hanghang, mme morara o butswa. Senwelo sa Faro se ne se le ka letsohong la ka; yaba ke nka morara, ke o tlhotlela ka senwelong seo sa Faro, ka se nea Faro letsohong.” Josefa a re ho yena: “Tlhaloso ya yona ke ena: Makala a mararo ke matsatsi a mararo. Kamora matsatsi a mararo Faro o tla o ntsha tjhankaneng, a o busetse mosebetsing wa hao, mme o tla nea Faro senwelo sa hae letsohong jwaloka pele, ha o ne o le moqhatsetsi wa hae. Feela o nne o nkgopole ha o se o lokolohile. Ke a o kopa, o ntswele molemo, o bue ka nna ho Faro, o nntshe tlung ena. Ruri nna ke utswitswe naheng ya Baheberu, mme le mona ha ke a etsa letho la hore ebe ba nkentse tjhankaneng.” Ha moapehi e moholo a bona hore tlhaloso eo e a thabisa, le yena a re ho Josefa: “Le nna ke ile ka lora toro. Ke ne ke rwetse diroto tse tharo tsa bohobe; serotong se kahodimodimo ho ne ho ena le mefuta yohle ya dijo tseo ke di apehetseng Faro, empa dinonyana di ne di di ja, di di ntsha ka serotong se hloohong ya ka.” Josefa a arabela, a re: “Tlhaloso ya yona ke ena: diroto tse tharo ke matsatsi a mararo. Kamora matsatsi a mararo, Faro o tla o ntsha tjhankaneng, a o kgaole hlooho, a o leketlise sefateng, mme dinonyana di tla ja nama ya hao.” Jwale ka letsatsi la boraro, leo e neng e le letsatsi la tswalo ya Faro, Faro a etsetsa bahlanka ba hae bohle mokete. A ntsha moqhatsetsi e moholo le moapehi e moholo tjhankaneng, moo bahlanka ba hae ba ntseng ba bona. A busetsa moqhatsetsi e moholo mosebetsing wa hae wa boqhatsetsi, mme a nea Faro senwelo letsohong, empa Faro a fanyeha moapehi e moholo jwalokaha Josefa a ne a ba hlaloseditse. Moqhatsetsi e moholo a se ke a hlola a hopola Josefa, a mo lebala. Kamora hoba lemo tse pedi di fete, Faro a lora, mme a ipona a eme pela noka. A bona dikgomo tsa dithole tse supileng, tse ntle, tse nonneng, di nyoloha nokeng, di ntse di fula mohlakeng. A boela a bona dithole tse ding tse supileng, tse mpe, tse otileng, di nyoloha nokeng kamora tseo, di ema pela tse lebopong. Yaba dikgomo tse mpe, tse otileng, di kwenya dikgomo tse ntle, tse nonneng. Jwale Faro a phaphama. A boela a kgaleha, a lora kgetlo la bobedi, mme a bona diqwapi tse supileng tsa koro, tse tenya, tse ntle, di mela lehlakeng le le leng. Kamora tseo ha mela tse supileng, tse manneng, tse phutsisitsweng ke moya wa botjhabela. Yaba diqwapi tse manneng di kwenya diqwapi tse tenya, tse nonneng. Faro a boela a phaphama, mme a hlokomela hore o a lora. Hoseng a tsoha moya wa hae o tshwenyehile; a re ho latwe dinohe tsohle tsa Egepeta, le bahlalefi bohle ba hona teng. Faro a ba phetela toro ya hae, empa ha se ke ha eba le ya mong ya ka mo hlalosetsang yona. Jwale moqhatsetsi e moholo a bua le Faro, a re: “Kajeno ke hopola diphoso tsa ka. Mohla Faro a neng a halefetse bahlanka ba hae, a na a nkenya tjhankaneng, tlung ya mookamedi wa balebedi ba tjhankana, ke ena le moapehi e moholo. Ka bosiu bo bong, rona le yena ra lora toro; e mong le e mong a lora toro ya hae, e nang le tlhaloso ya yona. Mohlankanyana wa Moheberu, eo e neng e le mosebeletsi wa mookamedi wa balebedi ba tjhankana, o ne a ena le rona. Ra mo phetela ditoro tsa rona, mme a re hlalosetsa tsona, a hlalosetsa e mong le e mong ho ya ka toro ya hae. Jwalokaha a ile a re hlalosetsa, ho ile ha etsahala jwalo; nna ke ile ka kgutlisetswa mosebetsing wa ka, mme moapehi yena o ile a fanyehwa.” Faro a re ho tliswe Josefa, mme ba phakisa ba mo ntsha tjhankaneng. Josefa a beola ditedu, a apara diaparo disele, yaba o tliswa kapele ho Faro. Faro a re ho Josefa: “Ke lorile toro, mme ha ho le ya mong ya ka e hlalosang, empa ke utlwile ho thwe wena ha o utlwa toro, o ye o e hlalose.” Josefa a arabela Faro, a re: “Hase nna; ke Modimo ya tla senolela Faro tse molemo.” Yaba Faro o re ho Josefa: “Bona, torong ya ka ke ne ke eme lebopong la noka. Ka bona dithole tse supileng, tse ntle, tse nonneng di nyoloha nokeng, di ntse di fula mohlakeng. Ka boela ka bona dithole tse ding tse supileng di di latela; di tsherema, di le mpe haholo, di otile. Naheng yohle ya Egepeta ha ke eso bone tse jwaloka tsona ka bobe. Dithole tse mpe, tse otileng, tsa kwenya dithole tsa pele tse supileng, tse nonneng, empa hoba di di kwenye ho ne ho sa bonahale hore di kile tsa di kwenya, hobane di nnile tsa sala di le mpe jwaloka pele. Yaba ke a phaphama. “Ka boela ka lora ke bona diqwapi tse supileng di mela lehlakeng le le leng, di le tenya, di le ntle. Ka bona hape diqwapi tse supileng, tse ponneng, tse manneng, tse phutsisitsweng ke moya wa botjhabela, di mela kamorao ho tsena. Yaba diqwapi tse manneng di kwenya tse supileng, tse ntle. Ke ile ka phetela dinohe, empa ha ho le se seng se ka ntlhalosetsang.” Yaba Josefa o re ho Faro: “Ditoro tsena tsa Faro ke ntho e le nngwe; Modimo o senoletse Faro seo a leng lekgatheng la ho se etsa. “Dikgomo tse supileng, tse ntle, ke dilemo tse supileng; le diqwapi tse supileng, tse ntle, ke dilemo tse supileng, mme toro tsena ke ntho e le nngwe. Dikgomo tse supileng, tse otileng, tse mpe, tse ileng tsa nyoloha kamora tsona, ke dilemo tse supileng; le diqwapi tse supileng, tse manneng, tse phutsisitsweng ke moya wa botjhabela, e tla ba dilemo tse supileng tsa tlala. “Ke sona seo ke se boleletseng Faro, ha ke re: Modimo o bontshitse Faro seo a leng lekgatheng la ho se etsa. “Bona, dilemo tse supileng tsa nala e kgolo di tla tla naheng yohle ya Egepeta. Kamorao ho tsona ho tla fihla dilemo tse supileng tsa tlala, mme nala yohle e tla lebalwa naheng ya Egepeta. Tlala ena e tla senya naha ena, mme nala e ke ke ya hlola e tsejwa naheng ena ka baka la tlala e tla latela, hobane e tla ba kgolo haholo. “Ho ipheta ha toro ena ya Faro ho bolela hore ntho ena Modimo o e tiisitse, mme haufinyane Modimo o tla e phethahatsa. “Jwale eka kgona Faro a batle monna ya bohlale, ya masene, a okamele naha ya Egepeta. Faro a ke a etse tjena: a kgethe baokamedi hodima naha ena, mme ba nke karolo e le nngwe ho tse hlano tsa kotulo ya naha ya Egepeta, dilemong tsena tse supileng tsa nala. Ba phuthe dijo tsohle tsa dilemo tsena tsa nala tse tlang, ba bokelle koro e be tlasa taolo ya Faro, mme ba e boloke, e tle e be dijo metseng. Dijo tseo di bolokelwe dilemo tse supileng tsa tlala e tla wela naha ya Egepeta, e le hore naha ena e se ke ya timetswa ke tlala.” Keletso ena ya kgahla Faro, ya kgahla le bahlanka ba hae bohle. Yaba Faro o re ho bahlanka ba hae: “Na re ka fumana monna ya kang eo; monna eo moya wa Modimo o leng teng ka ho yena?” Faro a re ho Josefa: “Kaha Modimo a o senoletse tsena tsohle, ha ho ya masene, le ya bohlale jwaloka wena. O tla okamela lelapa la ka. “Setjhaba sa ka sohle se tla hlompha ditaelo tsa hao, mme nna ke tla o feta feela ka ho dula teroneng.” Faro a re ho Josefa: “Bona, ke o beile hodima naha yohle ya Egepeta.” Jwale Faro a ntsha lesale la hae la monwana, a le kenya monwaneng wa Josefa; a mo apesa diaparo tse entsweng ka lesela la lene, mme a mo rwesa sekgama sa kgauta molaleng. A mo palamisa kariking e hlahlamang ya hae, mme batho ba howa, ba re: “Suthang!” Ka mokgwa o jwalo a mmea hodima naha yohle ya Egepeta. Faro a re ho Josefa: “Ke nna Faro! Kantle ho tumello ya hao ha ho motho ya tla phahamisa letsoho kapa leoto naheng ya Egepeta.” Faro a rea Josefa lebitso la Safenate-Paniya, mme a mo nyadisa Asenate, moradi wa Potifera, moprista wa One. Josefa a ya lekola naha yohle ya Egepeta. Josefa o ne a ena le dilemo tse mashome a mararo ha a kena tshebeletsong ya Faro, kgosi ya Egepeta. Josefa a tloha ho Faro, a potoloha le naha yohle ya Egepeta. Ka dilemo tsena tse supileng tsa nala, lefatshe la eba le tjhai e kgolo, mme Josefa a bokella dijo tsohle tsa dilemo tseo tse supileng, tse neng di le teng naheng ya Egepeta, a di boloka metseng. Dijo tse tswang masimong a motse o mong le o mong a di boloka motseng oo. Josefa a bokella koro e ngata haholo, jwaloka lehlabathe la lewatle, ho fihlela a kgaotsa ho e bala, hobane e ne e ke ke ya balwa. Pele selemo sa tlala se fihla, Josefa a ba le bara ba babedi bao a ileng a ba tswallwa ke Asenate, moradi wa Potifera, moprista wa One. Josefa a rea letsibolo la hae lebitso la Manase, hobane o ne a re: “Modimo o ntebaditse matshwenyeho a ka wohle, le lelapa lohle la ntate.” Wa bobedi a mo rea lebitso la Efraime, hobane o ne a re: “Modimo o mphile bana lefatsheng la matshwenyeho a ka.” Yaba dilemo tsa nala, tse neng di le teng naheng ya Egepeta, di a feta, mme dilemo tse supileng tsa tlala tsa qala ho fihla jwalokaha Josefa a ne a boletse. Tlala ya eba teng dinaheng tsohle, empa naheng yohle ya Egepeta dijo di ne di le teng. Ha naha yohle ya Egepeta e se e lapa, setjhaba sa llela Faro hore a se fe dijo, mme Faro a re ho Baegepeta bohle: “Eyang ho Josefa, le etse seo a le bolellang sona.” Ha tlala e se e aparetse lefatshe lohle, Josefa a bula disiu tsohle, mme a rekisetsa Baegepeta koro, hobane tlala e ne e le kgolo naheng ya Egepeta. Dinaha tsohle tsa tla Egepeta, ho Josefa, ho reka koro, kaha lefatshe lohle le ne le aparetswe ke tlala ya bojadikata. Eitse ha Jakobo a utlwa hore koro e teng Egepeta, a re ho bara ba hae: “Keng ha le shebana?” Yaba o re: “Bonang, ke utlwile hore koro e teng Egepeta; theohelang teng, le yo re sella, re tle re phele re se ke ra shwa.” Jwale bana babo Josefa ba leshome ba theohela Egepeta ho ya reka koro. Empa Jakobo a se ke a romela Benjamine, ngwanabo Josefa, hore a theohe le bana babo, hobane a ne a re: “Mohlomong a ka tshoha a hlahelwa ke kotsi.” Kahoo bara ba Iseraele ba ya reka koro, jwaloka bohle, hobane tlala e ne e wele naheng ya Kanana. Josefa e ne e le mmusi wa naha; e le yena ya rekisetsang batho bohle ba lefatshe koro. Bana babo Josefa le bona ba tla, ba inama, kapele ho yena. Josefa a bona bana bao babo, mme a ba tseba, empa a itimeletsa bona, a ba kgarumela hampe, a re: “Le tswa kae?” Ba re: “Re tswa naheng ya Kanana, re tlilo sela.” Yaba Josefa o tseba bana babo, empa bona ba se ke ba mo tseba. Josefa a hopola ditoro tseo a kileng a di lora ka bona, mme a re ho bona: “Le dihlwela tse tlilo lekola bofokodi ba naha eo le e etetseng.” Ba re ho yena: “Tjhe, morena, bahlanka ba hao ba tlilo sela. Bohle re bara ba motho, re batho ba nnete; bahlanka ba hao hase dihlwela.” Josefa a boela a re ho bona: “Tjhe, le tlilo lekola bofokodi ba naha.” Yaba ba re: “Rona, bahlanka ba hao, re leshome le metso e mmedi, re bara ba motho, naheng ya Kanana. Bona, hona jwale wa ho fela o setse le ntata rona, athe e mong o se a shwele.” Empa Josefa a re ho bona: “Ho jwalokaha ke le boleletse; le dihlwela. Le tla nkgodisa tjena: Ke hlapanya ka Faro ya phelang, ha le ka ke la tloha mona, haese haeba moena lona wa ho fela a ka tla mona. Romelang e mong wa lona, a yo lata moena lona; lona le tla sala tjhankaneng, ho tle ho bonahale bonnete ba mantswe a lona; ho seng jwalo, ke hlapanya ka Faro ya phelang, ruri le dihlwela.” Yaba o ba kenya tjhankaneng matsatsi a mararo. Ka letsatsi la boraro, Josefa a re ho bona: “Etsang tjena, le tle le phele, hobane ke tshaba Modimo: haeba le batho ba nnete, siyang e mong wa lona tjhankaneng, lona le tsamaye, le ise dijo malapeng a lona a lapang. Jwale le ntlisetse moena lona, mantswe a lona a tle e netefale, mme ha le ka ke la shwa.” Yaba ba etsa jwalo. Jwale ba buisana tjena: “Ruri re molato ka baka la ngwanabo rona, eo leha re ne re bona mahlomola a moya wa hae ha a re rapela, re sa kang ra mamela; ke ka hona mahlomola ana a re hlahetseng.” Yaba Rubene o a ba araba, o re: “Na ke ne se ke ke le bolella hore le se ke la sitelwa mohlankanyana, empa la se ke la mamela? Bonang jwale, madi a hae a batlwa ho rona.” Ba ne ba sa tsebe hore Josefa o a ba utlwa, kaha a ne a bua le bona ka mofetoledi. Yaba Josefa, o a ba furalla, o a lla. A boela a retelehela ho bona, a buisana le bona, yaba o nka Simeone, o mo tlama ba ntse ba bona. Josefa a laela hore mekotla ya bona e tlatswe koro; le hore ho kgutlisetswe tjhelete ya e mong le e mong ka mokotleng wa hae; le hore ba fuwe mofao. Ba etsetswa jwalo. Jwale ba bofa koro ya bona ditonking tsa bona, ba tsamaya. Moo ba robaleditseng teng, ha e mong wa bona a qhaqholla mokotla wa hae, ho fepa tonki ya hae, a fumana tjhelete ya hae e le teng ka molomong wa mokotla wa hae. Yaba o re ho bana babo: “Tjhelete ya ka e kgutlisitswe; ke ena ka mokotleng wa ka!” Ba sehwa ke letswalo, mme ba buisana ba tshohile, ba re: “Ke eng ee, eo Modimo a e entseng ho rona?” Mohla ba fihlang ho ntata bona, naheng ya Kanana, ba mo phetela tse ba hlahetseng, ba re: “Monna eo e leng mmusi wa naha o ile a re kgarumela hampe, a hopola hore re dihlwela tse tlilo lekola naha. Empa ra re ho yena: Re batho ba nnete, ha re dihlwela. Re bara ba motho ba leshome le metso e mmedi; e mong o se a shwele, athe hona jwale wa ho fela o ho ntata rona, naheng ya Kanana. “Jwale monna eo, mmusi wa naha, a re ho rona: Ke tla tseba hore le batho ba nnete ha le ka la siya e mong wa lona mona ho nna la itsamayela la isa dijo malapeng a lona a lapang. Le ntlisetse moena lona wa ho fela, ke tle ke tsebe hore ha le dihlwela, le batho ba nnete. Ke tla le lokollela ngwanabo lona, le itsamaele naheng ena ka bolokolohi. ” Ha ba tsholla mekotla ya bona, bonang, e mong le e mong a fumana sephuthelwana sa tjhelete ya hae ka mokotleng wa hae; taba ena ya ba tshosa mmoho le ntata bona. Ntata bona Jakobo a re ho bona: “Le nkamohile bana; Josefa o shwele, Simeone ha a yo, jwale le tlilo nkamoha Benjamine. Tsena tsohle di a ntuba.” Yaba Rubene o re ho ntatae: “O tle o bolaye bara ba ka ba babedi ha ke sa mo kgutlisetse ho wena. Nnee yena matsohong, mme ke tla mo kgutlisetsa ho wena.” Jakobo a re: “Mora wa ka a ke ke a theoha le lona; moholwane wa hae o shwele, mme ke yena feela ya setseng. Haeba a ka hlahelwa ke kotsi leetong lena la lona, le tla theolela moriri wa ka o moputswa Nqalong ya Bafu ka maswabi.” Naheng ya Kanana tlala e ne e le ya bojadikata. Yare ha ba qetile ho ja koro eo ba neng ba e setse Egepeta, ntata bona a re ho bona: “Kgutlelang Egepeta, le yo re sella hape.” Yaba Juda o a araba, o re: “Monna eo o re hlokomedisitse a tiile, a re: Le ke ke la bona sefahleho sa ka, haese ha le tlile le moena lona. Haeba o re dumella ho ya le moena rona, re tla theoha, re yo o sella. Empa ha o sa dumele, ha re ka ke ra theoha, hobane monna eo o itse ho rona: Le ke ke la bona sefahleho sa ka, haese ha le tlile le moena lona. ” Iseraele a re: “Le nketseditseng hampe, ka ho tsebisa monna eo hore ngwanabo lona e mong o teng?” Ba araba, ba re: “Monna eo o ile a re botsisisa tsa rona le tsa bang ka rona, a re: Na ntata lona o sa phela? Na le sa na le ngwanabo lona e mong? Seo re mmoleletseng sona e bile karabo ya dipotso tsena. Re ne re ka tseba jwang hore qetellong o tla re: Tloong le moena lona?” Jwale Juda a re ho ntatae, Iseraele: “Ntumelle ho tsamaya le mohlankanyana, mme re tla ya, e le hore re tle re phele, re se ke ra shwa, rona le wena, le bana ba rona. Ke itlama ka yena; o tla mmatla ho nna. Ha ke sa mo kgutlisetse ho wena, ka mmea matsohong a hao, ke tla ba molato ho wena bophelong ba ka bohle. Hoja ha re a ka ra dieha, jwale re ka be re se re boetse habedi.” Jwale ntata bona Iseraele a re ho bona: “Ha ho tlameha ho ba jwalo, etsang tjena: Nkang ditholwana tse kgahlehang tsa naha ena, le di tshele ka mekotleng ya lona, le di ise ho monna eo e le mpho: e be ditlolo, mahe a dinotshi, boroku, mmira, le ditholwana tsa sefate sa hoki, le tsa sefate sa mofuta wa perekisi. Nkang tjhelete e lekanang le ya pele habedi, le busetse le tjhelete e neng e kgutle e kentswe mekotleng ya lona, mohlomong e ne e kgutle ka phoso. Nkang le yena moena lona, le tsamaye le kgutlele ho monna eo. Modimo ya matla wohle a ke a le fumantshe mohau ho monna eo, e le hore a tle a kgutlise ngwanabo lona e mong, esita le yena Benjamine, empa haeba nna ke amohuwa bana, ke hle ke ba amohuwe.” Kahoo banna bana ba nka dimpho, ba nka le tjhelete e lekanang le ya pele habedi, le yena Benjamine, ba tsamaya ba theohela Egepeta, mme ba ya itlhahisa kapele ho Josefa. Ha Josefa a bona Benjamine a ena le bona, a re ho mookamedi wa lelapa la hae: “Isa banna bana lapeng ha ka. O hlabe phoofolo, o e phehe, hobane ke tla ja dijo tsa motsheare le bona.” Monna eo a etsa kamoo Josefa a boletseng kateng, a isa banna bao tlung ya Josefa. Banna bao ba tshoha, hobane ba ne ba isitswe tlung ya Josefa, mme ba re: “Ke ka baka la tjhelete e neng e busetswe ka mekotleng ya rona ka lekgetlo la pele, re tlisitsweng mona, hore a tle a re lohele mano, a re tshware, a re etse makgoba a hae, a nke le ditonki tsa rona.” Jwale ba atamela mookamedi wa lelapa la Josefa, ba bua le yena a le monyako wa ntlo, ba re: “Oho, morena ka, ke nnete re ne re theohele kwano lekgetlo la pele ho tla sela. Yare ha re fihla moo re robaleditseng teng, re qhaqholla mekotla ya rona, e mong le e mong wa rona a fumana tjhelete ya hae ka molomong wa mokotla wa hae, e ntse e le boimeng ba yona ba pele; jwale re e kgutlisitse. Re tlile le tjhelete e nngwe hape, eo re tla sela ka yona. Ha re tsebe ya ileng a kenya tjhelete ya rona ka mekotleng ya rona.” Yena a re: “Kgobang matshwafo; se tshabeng! Modimo wa lona, le Modimo wa ntata lona, ke yena ya le neileng letlotlo leo le ka mekotleng ya lona. Ke ile ka amohela tjhelete ya lona.” Jwale a ba tlisetsa Simeone. Monna eo a ba isa tlung ya Josefa, a ba fa metsi, ba itlhatswa maoto; a fepa le ditonki tsa bona. Yaba bona ba lokisa dimpho, ba emela hore Josefa a tle lapeng, motsheare o moholo, kaha ba ne ba utlwile hore ba tla tla ja le yena. Ha Josefa a se a fihlile hae, ba mo nea dimpho tseo ba tlileng le tsona, ba inama kapele ho yena. Jwale a ba botsa bophelo, a re: “Na ntata lona, monnamoholo eo le ileng la bua ka yena, o ya hantle? Na o ntse a phela?” Ba re: “Mohlanka wa hao, ntata rona, o ya hantle, o sa ntse a phela.” Ba inama, ba itihela fatshe. Ha a phahamisa mahlo, a bona ngwanabo Benjamine, eo ba nyantseng letswele le le leng le yena, mme a re: “Na eo ke moena lona wa ho fela, eo le ileng la bua ka yena ho nna?” Yaba o re ho Benjamine: “Modimo a ke a o hauhele, mora wa ka!” Josefa a phakisa a tloha, kaha maikutlo a hae a ne a tshwenyehile ka baka la ngwanabo, a batla moo a ka llelang teng; yaba o kena ka kamoreng e kahare, o llela kateng. Yaba o a iphotla, o a tswa, mme a itiisa, a re: “Tlisang dijo!” Ba mmeela tsa hae a le mong, le tsa bona ba le bang, le tsa Baegepeta ba jang le yena ba le bang, hobane Baegepeta ha ba lokele ho ja le Baheberu, kaha hoo ke manyala ho Baegepeta. Kahoo Baheberu ba dudiswa ba shebane le yena, e moholo ho ya ka tokelo ya hae ya boholo ba hae, le e monyenyane ho ya ka bonyenyane ba hae. Banna bao ba shebana ba maketse. Yaba Josefa o laela hore ba abelwe dijo tse kapele ho yena, mme seabo sa Benjamine sa feta tsa ba bang bohle ha hlano. Ba enwa, mme ba thaba le yena. Jwale Josefa a laela mookamedi wa lelapa la hae, a re: “Tlatsa mekotla ya banna bana ka dijo tseo ba ka tsebang ho di nka, mme o kgutlisetse tjhelete ya e mong le e mong ka molomong wa mokotla wa hae. Ka molomong wa mokotla wa wa ho fela, o kenye senwelo sa ka sa silefera, mmoho le tjhelete e rekileng koro ya hae.” Mookamedi a etsa kamoo Josefa a mo laetseng kateng. Ha ho qala ho ela, banna bana ba dumellwa hore ba tsamaye le ditonki tsa bona. Yare ba sa tswa tloha motseng, ba eso ye hole, Josefa a re ho mookamedi wa lelapa la hae: “Tsamaya, o phallele banna bao. Ha o fihla ho bona o re: Ho ya kang ha le phetetsa botle ka bobe? Na ha le na senwelo seo monga ka a nwelang ho sona; a bileng a laolang ka sona? Le entse bobe ka ho etsa jwalo! ” Mookamedi ha a fihla ho bona, a ba bolella mantswe ana. Yaba ba re ho yena: “Ho ya kang ha morena rona a ka bua mantswe a tjee? Hase ntho eo bahlanka ba hao ba ka e etsang e jwalo! Bona hle, tjhelete eo re e fumaneng ka melomong ya mekotla ya rona ha re le Kanana, re o kgutliseditse yona. Jwale re ka utswa jwang silefera kapa kgauta tlung ya morena hao? Mang kapa mang wa bahlanka ba hao, eo senwelo seo se tla fumanwa ho yena, o tla shwa, mme le rona re tla ba makgoba a morena rona.” Mookamedi eo a re: “A ho be jwalokaha le boletse. Eo se tla fumanwa ho yena e tla ba lekgoba la ka, mme lona ha le na ho ba le molato.” Ba potlaka, e mong le e mong a bofolla mokotla wa hae, a o qhaqholla. Yaba o a batla; a qala ka e moholo, a qetella ka wa ho fela, mme senwelo sa fumanwa ka mokotleng wa Benjamine. Jwale ba hahola diaparo tsa bona, e mong le e mong a bofa tonki ya hae, mme ba kgutlela motseng. Ha Juda le bana babo ba fihla tlung ya Josefa, Josefa o ne a sa le teng, mme ba itihela fatshe kapele ho yena. Josefa a re ho bona: “Ke ketso nngwe ee, eo le e entseng? Na ruri ha le tsebe hore motho ya kang nna a ka noha?” Yaba Juda o re: “Re ka hlola re sa reng ho morena ka? Re ka bua eng? Hona re ka itlhakola jwang? Modimo o senotse bokgopo ba bahlanka ba hao. Bona, re se re le makgoba a morena ka, rona le eo senwelo se fumanweng ho yena.” Empa Josefa a re: “Hase ntho eo nka e etsang? Motho eo senwelo se fumanweng ho yena e tla ba yena lekgoba. Ha e le lona ipoelleng ka kgotso ho ntata lona.” Jwale Juda a atamela ho yena, a re: “Oho, morena ka, ako dumelle mohlanka wa hao hle, a bue lentswe le le leng feela ho morena ka, mme o se mo halefele, hobane o tshwana le Faro. Morena ka, o botsitse bahlanka ba hao, wa re: Na le na le ntata lona, kapa moena wa lona?>*** Yaba re re ho morena ka: Ntata rona o teng, o se a hodile; le moena rona o teng, ngwana ya fumanetsweng boqhekung. Moholwane wa hae o ne a shwe; ho bana ba mmae ke yena feela ya setseng, mme ntatae o mo rata haholo. “Yaba o re ho bahlanka ha hao: Ntlisetseng yena, ke tle ke mmone. Ra re ho morena ka: Ho thata hore mohlankanyana a ka tloha ho ntatae, hobane ha a ka tloha ntatae a ka shwa. Yaba o re ho bahlanka ba hao: Ha le sa ntlele le moena lona, le ke ke la hlola le bona sefahleho sa ka. Ha re se re kgutletse ho mohlanka wa hao, ntata rona, re ile ra mmolella mantswe a morena rona. “Yare ha ntata rona a re: Boelang Egepeta, le yo re sella, ra re: Re sitwa ho theohela teng. Re tla ya feela haeba moena rona a ka theoha le rona, hobane re ke ke ra bona sefahleho sa monna eo ha re sitwa ho ya le moena rona. “Yaba mohlanka wa hao, ntata rona, o re: Le a tseba hore mohatsa ka o ntswaletse bara ba le babedi. E mong o ntshiile, mme ka re: ruri o tsekolotswe ke dibatana, mme ha ke eso mmone ho fihlela jwale. Jwale ha le ka nka le enwa, a tloha ho nna, mme a hlahelwa ke kotsi, le tla theolela moriri wa ka o moputswa Nqalong ya Bafu ka maswabi. “Jwale ha nka ka fihla ho ntate, mohlanka wa hao, mohlankanyana a le siyo, kaha pelo ya ntate e mo kgomaretse, ha a bona hore ha a yo, o tla shwa, mme rona e tla ba re theoletse moriri o moputswa wa mohlanka wa hao, ntata rona, Nqalong ya Bafu ka maswabi. Nna, mohlanka wa hao, ke itlamile ho ntate ka mohlankanyana, ka re: Haeba ke sa mo kgutlisetse ho wena, ke tla ba molato ho ntate bophelong ba ka bohle. “Ke a o kopa he, o mpe o dumelle mohlanka wa hao ho sala sebakeng sa mohlankanyana, e le lekgoba la morena ka, mme o lese mohlankanyana a nyolohe le bana babo. Jwale nka nyolohela jwang ho ntate, ha mohlankanyana a le siyo? Ke tshaba ho bona bomadimabe bo tla hlahela ntate.” Josefa a sitwa ho itiisa ha a le kapele ho bohle ba neng ba eme pela hae, mme a phahamisa lentswe, a re: “Ntshetsang batho bohle kantle!” Ho ne ho se motho pela hae, ha Josefa a itsebisa bana babo. Yaba o bokolla, hoo Baegepeta ba bileng ba utlwa, le ba lelapa la Faro ba ba ba utlwela taba eo. Josefa a re ho bana babo: “Ke nna Josefa; na ntate o sa phela?” Empa bana babo ba sitwa ho mo arabela, hobane ba ne ba tshohile ha ba bona hore o a phela. Kahoo Josefa a re ho bana babo: “Atamelang ho nna hle!” Yaba ba a atamela, mme a re ho bona: “Ke nna Josefa, ngwanabo lona, eo le neng le mo rekise Egepeta. Le se ke la itshwabela, leha e le ho ikgalefela, kahobane le nthekisitse mona. Modimo o ntlisitse mona pele ho lona, hore bophelo bo tle bo bolokehe. Tlala e se e aparetse naha ka dilemo tsena tse pedi, empa ho sa na le dilemo tse hlano tseo ka tsona ho sa tlo lengwa le ho kotulwa. Modimo o nthometse mona pele ho lona, hore le be le ditloholo naheng ena, le ho le baballa, hore le tle le pholohe le le bangata. “Hase lona le nthometseng mona, empa ke Modimo. O nkentse moeletsi wa Faro, le morena wa lelapa lohle la hae, le mmusi wa naha yohle ya Egepeta. Potlakang, le nyolohele ho ntate, le re ho yena: Mora wa hao Josefa o re Modimo o nkentse mmusi wa Egepeta yohle; theohela ho nna, o se ke wa dieha. O tla jaka seterekeng sa Goshene, o tlo be haufi le nna, wena le bara ba hao, le ditloholo tsa hao, le mehlape ya hao ya dinku le ya dikgomo, le tsohle tseo o nang le tsona. Ke tla o baballa teng, hobane ho sa tla dilemo tse hlano tsa tlala, esere mohlomong wena, le ba lelapa la hao, le tsohle tseo o nang le tsona, la futsaneha. “Jwale le a mpona, le mahlo a moena ka Benjamine a a bona hore ke molomo wa ka o buang le lona. Tsebisang ntate hlompho yohle eo ke nang le yona mona Egepeta, le tsohle tseo le di boneng. Potlakang, le theolele ntate kwano.” Yaba o kopa moena hae Benjamine ka molala, o a lla; le meokgo ya Benjamine ya tsholohela molaleng wa ngwanabo. A aka bana babo kaofela, a lla. Kamora tseo bana babo ba qoqa le yena. Ha ho bolelwa tlung ya Faro, ho thwe: “Bana babo Josefa ba fihlile.” Faro a thaba, le bahlanka ba hae ba thaba. Yaba Faro o re ho Josefa: “Ere ho bana beno: Etsang tjena: bofang dipelesa tsa lona, le kgutlele naheng ya Kanana. Le late ntata lona le ba malapa a lona, le tle ho nna, mme ke tla le nea moo naha ya Egepeta e nonneng teng, le je mafureng a naha. “Ba laele hape, o re: Etsang tjena: Nkang makoloi mona Egepeta, le yo lata bana ba lona le basadi ba lona; le nke le ntata lona, le tle kwano. Se lleleng thepa ya lona e salang, hobane tse molemo tsa naha yohle ya Egepeta ke tsa lona. ” Bara ba Iseraele ba etsa jwalo. Josefa a ba nea makoloi ho ya ka taelo ya Faro, a ba nea le mofao. Bohle a ba nea diaparo tse ntjha, empa Benjamine yena a mo nea silefera e ka etsang boima ba dikilo tse tharo le halofo, le mefuta e mehlano ya diaparo tse ntjha. Ho ntatae a romela tsena: ditonki tse leshome, tse bofileng dintho tsa bohlokwa tsa Egepeta; le ditonki tse leshome, tse tshehadi, tse bofileng koro, le bohobe, le mofao wa ntatae. Jwale a re bana babo ba tsamaye, mme ba tsamaya. A re ho bona: “Le se ke la qabana ha le le tseleng.” Ba nyoloha Egepeta, ba ya fihla naheng ya Kanana, ho ntata bona Jakobo. Ba mmolella, ba re: “Josefa o ntse a phela, ke yena mmusi wa naha yohle ya Egepeta.” Jakobo a sitwa ho bua, hobane o ne a sa kgolwe. Empa eitse ha ba mmolella dipolelo tsohle tseo Josefa a di buileng ho bona, le ha a bona makoloi a rometsweng ke Josefa ho tla mo lata, a tsoha molota. Yaba Iseraele o re: “Ho lekane; mora wa ka Josefa o ntse a phela. Ke tla ya, ke yo mmona ke eso shwe.” Yaba Iseraele o a falla, o nka tsohle tseo a nang le tsona, mme ha a fihla Beeresheba, a etsetsa Modimo wa ntatae Isaka mahlabelo. Modimo a bua le Iseraele ka pono, bosiu, a re: “Jakobo! Jakobo!” Yena a re: “Ke nna enwa!” Modimo a re: “Ke nna Modimo, Modimo wa ntatao. O se ke wa tshaba ho theohela Egepeta, hobane ke moo ke tla o etsa setjhaba se seholo. Nna ke tla theoha le wena ho ya Egepeta; ke o tiisetsa hore ke tla boela ke o kgutlisa, mme Josefa o tla kwala mahlo a hao mohla o shwang.” Jwale Jakobo a tloha Beeresheba, mme bara ba Iseraele ba palamisa Jakobo ntata bona, le bana ba bona, le basadi ba bona makoloing ao Faro a neng a a rometse ho mo lata. Ba kganna mehlape ya bona, ba nka le thepa eo ba e sebeditseng ha ba le naheng ya Kanana, ba ya fihla Egepeta, e le Jakobo le bohle ba leloko la hae: Bara ba hae, le bara ba bara ba hae; baradi ba hae, le baradi ba bara ba hae. Leloko la hae lohle a tla le lona Egepeta. Ana ke mabitso a bara ba Iseraele ba tlileng Egepeta, e leng Jakobo le bara ba hae. Ke Rubene, letsibolo la Jakobo; le bara ba Rubene: Hanoke, le Palo, le Heserone, le Karimi. Bara ba Simeone: Jemuele, le Jamine, le Ohade, le Jakine, le Sohara, le Shaule, mora wa mosadi wa hae wa Mokanana. Bara ba Levi: Gereshone, le Kohate, le Merari. Bara ba Juda: Ere, le Onane, le Shela, le Perese, le Sera. Ere le Onane ba ile ba shwela naheng ya Kanana. Bara ba Perese e ne e le Heserone le Hamule. Bara ba Isakare: Tola, le Pua, le Jobo, le Shimerone. Bara ba Sebulone: Serede, le Elone, le Jahallele. Bana ke bara ba Lea, bao a ba tswaletseng Jakobo ha ba le Padane-Arame, hammoho le moradi wa hae Dina. Bara le baradi ba hae bohle ba bile mashome a mararo a metso e meraro. Bara ba Gade: Sifeone, le Hagi, le Shuni, le Esebone, le Eri, le Arode, le Arele. Bara ba Ashere: Jimena, le Jishefa, le Jishefi, le Beria, le kgaitsedi ya bona Sera. Bara ba Beria: Hebere le Malekiele. Bana ke bara ba Silepa, eo Labane a neng a mo nee moradi wa hae Lea. Silepa a tswalla Jakobo bana ba leshome le metso e tsheletseng. Bara ba Ragele, mosadi wa Jakobo, ke Josefa le Benjamine. Bara ba Josefa, bao Asenate, moradi wa Potifera, moprista wa One, a neng a mo tswalle bona naheng ya Egepeta, ke Manase le Efraime. Bara ba Benjamine ke Bela, le Bekere, le Ashebele, le Gera, le Naamane, le Ehi, le Roshe, le Mupime, le Hupime, le Arada. Bana ke bara bao Ragele a ba tswaletseng Jakobo. Kaofela ha bona ke batho ba leshome le metso e mene. Mora wa Dane ke Hushime. Bara ba Nafthali ke Jaheseele, le Guni, le Jesere, le Shileme. Bana ke bara ba Bileha, eo Labane a neng a mo nee moradi wa hae Ragele. Bileha a tswalla Jakobo bana. Kaofela ha bona ke batho ba supileng. Batho hohle ba ileng ba ya Egepeta le Jakobo, ba leloko la hae, ho sa balwe basadi ba bara ba hae, e bile batho ba mashome a tsheletseng le metso e tsheletseng. Bara ba Josefa, ba tswaletsweng Egepeta, ba ne ba le babedi; ba lelapa la Jakobo ba ileng ba tla Egepeta e bile batho ba mashome a supileng. Jakobo a roma Juda ho mo etella pele, ho ya tsebisa Josefa hore a ye Goshene, mme ba fihla seterekeng sa Goshene. Josefa a pana kariki ya hae, a nyolohela Goshene ho ya teana le ntatae. Hang ha ba kopana, a mo kopa molaleng, a llela ho yena halelele. Iseraele a re ho Josefa: “Jwale nka shwa, hobane ke bona sefahleho sa hao o sa phela.” Josefa a re ho bana babo, le ho ba lelapa la ntatae: “Ke tla nyoloha, ke yo tsebisa Faro, ke re ho yena: Ntate le bana beso, le ba lelapa la hae, ba tswang naheng ya Kanana, ba tlile ho nna. Banna bao ke badisa ba mehlape, hobane haesale ba ruile diphoofolo, mme ba tlile le mehlape ya bona ya dinku le ya dikgoma, le tsohle tseo ba nang le tsona. Ha Faro a le bitsa, mme a le botsa, a re: Mosebetsi wa lona ke ofe?>*** le tle le re: Haesale bahlanka ba hao e le badisa, ho tloha botjheng ba bona, ho fihlela kajeno, rona le bo-ntata rona, e le hore le tle le jake seterekeng sa Goshene, hobane Baegepeta ba kgesa badisana bohle.” Josefa a kena, a bolella Faro, a re: “Ntate le bana beso, le mehlape ya bona ya dinku le ya dikgomo, le tsohle tseo ba nang le tsona, ba fihlile ho tswa naheng ya Kanana, mme jwale ba se ba le seterekeng sa Goshene.” Yaba o nka ba bahlano ba bana babo, a ba bea kapele ho Faro. Faro a re ho bana bao babo: “Mosebetsi wa lona ke ofe?” Ba araba Faro, ba re: “Bahlanka ba hao ke badisa ba mehlape ya dinku, jwaloka bo-ntata bona.” Ba boela ba re ho Faro: “Re tlile ho tla jaka naheng ena, hobane mehlape ya bahlanka ba hao ha e na makgulo, kaha tlala e kgolo naheng ya Kanana. Ka hona re a o kopa: O ke o dumelle bahlanka ba hao ho aha seterekeng sa Goshene.” Faro a bua le Josefa, a re: “Ntatao le bana beno ba tlile ho wena. Naha ya Egepeta ke ena kapele ho wena. Bea ntatao le bana beno moo naha e leng ntle, ba ahe seterekeng sa Goshene. Haeba o tseba hore ho na le banna ba tshepahalang hara bona, o ba etse badisa ba mehlape ya ka.” Yaba Josefa o tlisa ntatae Jakobo, o mo emisa kapele ho Faro, mme Jakobo a hlohonolofatsa Faro. Jwale Faro a re ho Jakobo: “Dilemo tsa hao di kae?” Jakobo a re ho Faro: “Dilemo tsa bojaki ba ka mona lefatsheng ke lekgolo le mashome a mararo. Dilemo tsa bophelo ba ka di bile kgutshwanyane, tsa eba thata, mme ha di a fihla dilemong tseo bo-ntate ba di phetseng.” Yaba Jakobo o hlohonolofatsa Faro, mme a tloha ho yena. Josefa a bea ntatae le bana babo, a ba kgethela sebaka sa bodulo naheng ya Egepeta, moo naha e leng ntle, seterekeng sa Ramesese, jwalokaha Faro a ne a laetse. Josefa a fepa ntatae, le bana babo, le lelapa lohle la ntatae, ho ya ka palo ya baphedisuwa. Ho ne ho se dijo lefatsheng lohle, hobane tlala e ne e le ya bojadikata, mme naha ya Egepeta le ya Kanana tsa ba tsa fellwa ke dijo ka baka la tlala. Josefa a bokella tjhelete yohle e neng e fumanwa naheng ya Egepeta le ya Kanana ha ho ntse ho rekiswa koro, mme a e isa tlung ya Faro. Yare ha tjhelete e fela naheng ya Egepeta le ya Kanana, Baegepeta bohle ba tla ho Josefa, ba re: “Re fe dijo! O re re shwe o ntse o re tadimile, hobane feela re feletswe ke tjhelete?” Josefa a araba, a re: “Tlisang diphoofolo tsa lona; ke tla le ananyetsa dijo ka diphoofolo tsa lona, haeba tjhelete e fedile.” Ba tlisa diphoofolo tsa bona ho Josefa, mme Josefa a ba ananyetsa dijo ka dipere, le dinku, le dikgomo, le ditonki. Selemong seo a ba ananyetsa dijo ka diphoofolo tsa bona tsohle. Ha selemo seo se fedile, ba tla ho yena ka selemo sa bobedi, ba re: “Ha re ka ke ra patela morena wa rona hore tjhelete e fedile, le leruo la diphoofolo le feletse ho morena ka. Ha re a sallwa ke letho leo morena ka a ka le bonang, haese mmele ya rona le masimo a rona. Re ka shwela mahlong a hao ka baka lefe, rona le masimo a rona? Re rekelle le masimo a rona ka dijo, hore rona le masimo a rona re be makgoba a Faro. Re fe peo re tle re phele, re se ke ra shwa, le hore masimo a se ke a lala.” Yaba Josefa o rekela Faro naha yohle ya Egepeta, hobane Moegepeta e mong le e mong o ile a rekisa tshimo ya hae, kaha tlala e ne e ba imetse, mme naha ya eba ya Faro. Batho bona a ba fallisetsa metseng, ho tloha karolong e nngwe ya Egepeta ho isa ho e nngwe. Ke masimo a baprista feela ao a sa kang a a reka, hobane baprista ba ne ba newa moputso ke Faro, ba phela ka wona, mme ka lebaka lena ba se ke ba rekisa masimo a bona. Yaba Josefa o re ho setjhaba: “Bonang, kajeno lona le masimo a lona ke le reketse Faro. Jwale peo ke ena, mme le tla jala masimo. Ka nako ya kotulo le tla nea Faro karolo e le nngwe ho tse hlano ya tse kotutsweng. Karolo tse nne e tla ba tsa lona, e be peo, le dijo tsa lona le tsa malapa a lona, le dijo tsa bana ba lona.” Ba re: “O re pholositse! A re ke re fumane mohau ho morena ka, mme re tla ba makgoba a Faro.” Yaba Josefa o etsa molao naheng ya Egepeta, o ntseng o le teng le kajeno-ya-bokajeno, wa hore Faro a newe karolo e le nngwe ho tse hlano ya tse kotutsweng. Ke masimo a baprista feela ao e sa kang ya eba a Faro. Yaba Baiseraele ba aha naheng ya Egepeta, seterekeng sa Goshene; ba e rua, ba ata, ba ngatafala haholo. Jakobo a phela naheng ya Egepeta dilemo tse leshome le metso e supileng; kahoo Jakobo a phela dilemo tse lekgolo le mashome a mane a metso e supileng. Ha nako ya ho shwa ha Iseraele e atamela, a bitsa mora wa hae Josefa, a re ho yena: “Haeba ke fumane mohau ho wena, ako bee seatla sa hao ka tlasa serope sa ka. Tshepisa hore o tla nne o nthate, o tshepahale, mme o ke ke wa nkepela Egepeta. Mohla ke shwang jwaloka bo-ntate, o nkuke, o nntshe Egepeta, o yo nkepela mabitleng a bona.” Josefa a araba, a re: “Ke tla etsa kamoo o boletseng kateng.” Iseraele a re: “Ntlhapanyetse!” A mo hlapanyetsa. Iseraele a inamisetsa hlooho mosamong. Kamora tsena, e mong a behela Josefa, a re: “Hela! ntatao o a kula.” Josefa a tsamaya le bara ba hae ba babedi, Manase le Efraime. Yaba ho tsebiswa Jakobo, ho thwe: “Bona, mora wa hao, Josefa, o tlilo o bona.” Iseraele a itiisa, a dula hodima diphate. Yaba Jakobo o re ho Josefa: “Modimo ya matla wohle o ne a iponahatse ho nna, ha ke le Lose, naheng ya Kanana, mme a ntlhohonolofatsa, a re ho nna: Bona, ke tla o fa bana ba bangata, ke ba atise, ke o etse raditjhabatjhaba, mme ke tla nea ditloholo tsa hao naha ena, e be leruo la tsona la mehla yohle. “Jwale bara ba hae ba babedi, bao o ba tswaletseng naheng ya Egepeta, pele ke etla ho wena mona Egepeta, ke ba ka. Efraime le Manase e tla ba bara ba ka jwaloka Rubene le Simeone. Empa bana bao o tla ba tswala kamorao ho bona, e tla ba ba hao, mme ba tla reellwa ka baholwane ba bona, ba je lefa la bona. Hoba nna ke tlohe Padane, Ragele o ile a shwela matsohong a ka naheng ya Kanana, re le tseleng, haufi le Eferata. Ka mo epela teng, pela tsela ya Eferata, e leng Betlelehema.” Ha Iseraele a bona bara ba Josefa, a re: “Baa ke bo-mang?” Josefa a re ho ntatae: “Ke bara ba ka, bao Modimo a mphileng bona ha ke le mona Egepeta.” Iseraele a re: “Ako ba tlise ho nna, ke ba hlohonolofatse.” Mahlo a Iseraele a ne a se a le lerootho ke boqheku, a sitwa ho bona. Josefa a ba tlisa pela hae, yaba Iseraele o a ba aka, mme a ba kopa ka matsoho. Iseraele a re ho Josefa: “Ke ne ke sa hopole hore nka hlola ke bona sefahleho sa hao, empa bona, ke mona Modimo o mpontshitse le bona bana ba hao.” Yaba Josefa o ba tlosa mangweleng a ntatae, o itihela fatshe ka sefahleho. Josefa a ba nka bobedi ba bona: Efraime ka letsohong la hae le letona, e leng ka ho le letshehadi la Iseraele; Manase ka letsohong la hae le letshehadi, e leng ka ho le letona la Iseraele, mme a ba atametsa pela hae. Iseraele o otlolla letsoho la hae le letona, a le bea hodima hlooho ya Efraime, leha e ne e le e monyenyane; a bea le letshehadi hodima hloho ya Manase, a fapantse matsoho, hobane Manase e ne e le yena letsibolo. Yaba o hlohonolofatsa Josefa o re: “Modimo ya kgahlisitsweng ke bo-ntatemoholo, ke bo-ntatemoholo Aborahama le Isaka, ba mo kgahlisa ka metsamao ya bona; yena Modimo ya ileng a nkalosa, ho tloha bonyenyaneng ba ka, a nkalosa ho fihlela kajeno. Lengeloi le ntopoletseng bobeng bohle, a hlohonolofatse bahlankana bana! Bitso la ka, le la Aborahama, le la Isaka, a ke a tume, a tumiswe ke bona, ba ke ba ate, ebe letshwele naheng ena.” Ha Josefa a bona hore ntatae o beile letsoho la hae le letona hodima hlooho ya Efraime, a se ke a thaba. Yaba o tshwara letsoho la ntatae, o le tlosa hloohong ya Efraime, o le bea hodimo hlooho ya Manase, mme Josefa a re ho ntatae: “E seng jwalo, ntate, hobane eo e leng letsibolo ke enwa! Bea letsoho la hao le letona hodima hlooho ya hae.” Empa ntatae a hana, a re: “Ke a tseba, ngwana ka, ke a tseba; le yena e tla ba setjhaba, mme le yena o tla ba moholo. Leha ho le jwalo, moena hae o tla ba moholo ho mo feta, mme bana ba hae e tla ba ditjhabatjhaba.” Ka lona letsatsi leo a ba hlohonolofatsa, a re: “Baiseraele ba tla hlohonolofatsana, ba hlohonolofatsane ka lona, ba re: Modimo a ke a ba atlehise, a ba atlehise jwaloka Efraime le Manase. ” Ka mokgwa o jwalo a eteletsa Efraime kapele ho Manase. Jwale Iseraele a re ho Josefa: “Bona, nna ke se ke tla shwa, empa Modimo o tla ba le lona, a le kgutlisetse naheng ya bo-ntata lona. Hape wena, ho fetisa bana beno, ke o nea letsatsa la thaba, leo ke neng ke le hape ho Baamore ka sabole ya ka, le ka seqha sa ka.” Jakobo a bitsa bara ba hae, a re: “Tloong ho nna, mme ke tla le bolella se tla le hlahela ka matsatsi a tlang. “Bokanang le mamele, bara ba Jakobo, mamelang ntata lona Iseraele. “Rubene, ke wena letsibolo la ka; ke wena matla a ka, le tholwana ya pele ya bonna ba ka; o feta ba bang ka seriti le ka bonatla. O ka metsi a tsapolong, empa o ke ke wa ba feta ka boholo, hobane wa na wa kena kobong tsa mohatsa ka, wa hlompholla phate tsa ka ka ho hlwella ho tsona. “Simeone le Levi ke bana ba letswele, dihlomo tsa bona ke tse sehloho. Moya wa ka o se kene mererong ya bona, pelo ya ka e se kene mokgatlong wa bona, hobane ha ba halefile ba na ba bolaya batho, ha ba halefetse lefeela ba kgaola dipholo mesifa. Ho rohakwe bohale ba bona, hobane bo ne bo tshabeha; le kgalefo ya bona, hobane e ne e se na mohau! Ke tla ba qhalakanya hara bana ba Jakobo, ke ba hasanye hara fatshe la Iseraele. “Wena, Juda, bana beno ba tla o rorisa, tsoho la hoa le tla kgama dira tsa hao; bana beno ba tla kgumama kapele ho wena. Juda ke tawana! O nyolohetse thabeng, mora wa ka, o tswa hapa; o a borama, o qatjhama jwaloka tau, mme, jwaloka tauhadi, o ka tsoswa ke mang? Lere la bokgosi le ke ke la tloha ho Juda, le lere la bolaodi ho ditloholo tsa hae, ho fihlela monga lona a fihla, yena eo ditjhaba di tla mo mamela. O holeha tonki ya hae morareng, le pohwana ya tonki morareng o kgethehileng; o hlatswa diaparo tsa hae ka veine, le kobo ya hae ka lero la morara. Mahlo a hae a tlerefetse ke veine, meno a hae a masweu ke lebese. “Sebulone o tla aha lebopong la lewatle, e tla ba yena kou ya dikepe, meedi ya hae e tla fella Sidone. “Isakare ke tonki e matla, o bothile pakeng tsa masaka. O bona hore ho phomola ho monate, le hore naha e a kgahleha; a sekamisa lehetla la hae ho jara, a sebeletsa monga hae e le lekgoba. “Dane o tla busa setjhaba sa hae e le e mong wa merabe ya Iseraele. Dane e tla ba noha e ka tseleng, e be marabe ya dinaka ka tseleng, ya lomang ditlhako tsa pere, mopalami wa yona a we ka sanketse. “Ke lebeletse ho pholoswa ke wena, Morena. “Gade o tla futuhelwa ke mabotho a bahlabani; yena o tla ba phaladisa, a ba hate direthe. “Dijo tsa Ashere e tla ba tse malodi, o tla fana ka dimonate tsa kgosi. “Nafthali ke kgama ya molalasekwai, e tswalang manamane a matle. “Josefa ke tholwana ya sefate se behang, tholwana ya sefate se behang, se pela sediba, makala a sona a rarahane hodima lerako. Ba fulang ka metsu ba a mo hlorisa, ba diqha ba a mo phephetsa, empa seqha sa hae se ntse se tiile, o matjato diatleng le matsohong a hae; o thuswa ke matsoho a Ya Matla wa Jakobo, e leng Modisa, Lefika la Iseraele. Modimo wa ntatao a ke a o thuse, yena Ya Matla wohle a ke a o hlohonolofatse, ka mahlohonolo a tswang hodimo, lehodimong, ka mahlohonolo a tswang madibeng katlasa lefatshe, ka mahlohonolo a ho tswala le ho nyantsha. Mahlohonolo a ntatao a feta mahlohonolo a dithaba tsa mehla yohle, le mekgabo ya maralla a mehla yohle; kaofela a ke a be hodima hlooho, hlooho ya Josefa, a be hodima phatla, ya eo e leng mokgethwa ho bana babo. “Benjamine ke phiri e harolakang, hoseng e kgetshela tse bolailweng, mantsiboya e arola kgapo ya yona.” Bana bohle ke meloko e leshome le metso e mmedi ya Iseraele, mme sena ke seo ntata bona a se buileng ho bona ha a ba hlohonolofatsa; e mong le e mong a hlohonolofatswa ka mahlohonolo a mo tshwanelang. Jwale Jakobo a ba laela, a re ho bona: “Ke lekgatheng la ho orohela ho bang ka nna; le tle le nkepele pela bontate, lehaheng le tshimong ya Eferone wa Mohete; lehaheng le tshimong ya Makapela, e pela Mamore, naheng ya Kanana; leo Aborahama a neng a le rekelle le tshimo ho Eferone wa Mohete, hore e be setsha sa mabitla. Aborahama le mosadi wa hae Sara ba epetswe hona teng. Isaka le mosadi wa hae Rebeka le bona ba epetswe hona teng; le Lea ke mo epetse hona teng. Tshimo eo le lehaha le ho yona di ne di rekwe ho Bahete.” Ha Jakobo a qetile ho laela bana ba hae, a phutha maoto a hae, a a busetsa betheng, a neela moya, mme a orohela ho bang ka yena. Josefa a kopa ntatae ka molala, mme ha a ntse a mo aka, meokgo ya hae ya keleketla hodima sefahleho sa hae. Josefa a laela bahlanka ba hae ba dingaka ho omeletsa setopo sa ntatae ka meriana; yaba dingaka di omeletsa setopo sa Iseraele. Ha feta matsatsi a mashome a mane, hobane ho omeletsa setopo ho nka matsatsi a makaalo, mme Baegepeta ba mo llela ka matsatsi a mashome a supileng. Ha matsatsi a bofifi a fetile, Josefa a bua le ba ntlo ya Faro, a re: “Haeba le nkgauhetse, le ke le bolelle Faro, le re: Ntate o ile a ntlhapantsha, a re: Bona, ke lekgatheng la ho shwa; o tle o yo nkepela lebitleng leo ke itjheketseng lona naheng ya Kanana. Kahoo ke a o kopa: ako ntumelle ke nyolohe, ke yo epela ntate, ke tle ke boele ke kgutle.” Yaba Faro o re: “Nyoloha, o yo epela ntatao, jwalokaha a o hlapantshitse.” Josefa a nyoloha ho ya epela ntatae, mme bahlanka bohle ba Faro, le baholo ba lelapa la hae, le baholo bohle ba naha ya Egepeta, ba nyoloha le yena. Le bohle ba lelapa la Josefa, le bana babo, le ba lelapa la ntatae, ba ya le yena; ba siya bana ba bona feela, le mehlape ya dinku le ya dikgomo, seterekeng sa Goshene. A nyoloha le dikariki, le bapalami ba dipere, mme ya eba lebotho le leholo haholo. Yare ha ba fihla Seotlong sa Meutlwa, kamose ho Jorodane, ba lla sello sa mmokotsane, mme Josefa a qeta matsatsi a supileng a llela ntatae. Ha baahi ba naha eo, e leng Bakanana, ba utlwa sello sa bofifi Seotlong sa Meutlwa, ba re: “Sello sena ke se bohloko haholo ho Baegepeta!” Ka lebaka lena sebaka seo, se kamose ho Jorodane, ba se rea lebitso la Abele-Miseraime. Bara ba Jakobo ba mo etsetsa jwalokaha a ne a ba laetse; ba mo isa naheng ya Kanana, ba mo epela lehaheng le neng le le tshimong ya Makapela, e pela Mamore, leo Aborahama a neng a le rekelle le tshimo ho Eferone wa Mohete, hore e be setsha sa hae sa mabitla. Hoba a epele ntatae, Josefa a kgutlela Egepeta, yena le bana babo, le bohle ba neng ba nyolohile le yena ho ya epela ntatae. Ha bana babo Josefa ba bona hore ntata bona o shwele, ba re: “Mohlomong Josefa o tla re hloya, a phetetse bobe bohle boo re neng re bo etse ho yena.” Yaba ba romela molaetsa ho Josefa, ba re: “Ntatao a eso shwe a na a re laela, a re: Le tle le bue tjena ho Josefa: Re a o rapela hle: Ako tshwarele bana beno molato wa bona le sebe sa bona, hobane ba ne ba o etse hampe. Jwale re a o rapela, ako tshwarele molato wa bahlanka ba Modimo wa ntatao.” Josefa a lla ha a utlwa. Jwale bana babo le bona ba tla, ba itihela kapele ho yena, ba re: “Bona, re makgoba a hao.” Empa Josefa a re ho bona: “Le se ke la tshoha; na nna ke Modimo? Ke nnete, lona le ne le ntheretse bokgopo, empa Modimo o ile a bo fetola molemo, e le hore a tle a etse jwalokaha a entse kajeno, a pholose setjhaba se sengata. Jwale he, se tshoheng; nna ke tla le fepa le bana ba lona.” A ba tshedisa, a ba thoba dipelo. Josefa a aha Egepeta le ba ntlo ya ntatae, mme a phela dilemo tse lekgolo le leshome. Josefa a bona moloko wa boraro wa bana ba Efraime; le bana ba Makiri, mora wa Manase, bao Josefa a ileng a ba nka e le bana ba hae. Yaba Josefa o re ho bana babo: “Ke se ke le lekgatheng la ho shwa, empa Modimo o tla le etela, a le nyolle naheng ena, a le isa naheng eo a neng a e hlapanyetse Aborahama, le Isaka, le Jakobo hore o tla ba nea yona.” Josefa a re ho bara ba Iseraele, ba ikane hore, mohla Modimo a ba etelang, ba tla tlosa masapo a hae Egepeta. Josefa a shwa a le dilemo tse lekgolo le leshome, mme ba omeletsa setopo sa hae, ba se kenya lekeseng, moo Egepeta. Ana ke mabitso a bara ba Iseraele, ba ileng ba ya Egepeta le Jakobo, e mong le e mong a ile le lelapa la hae: Rubene, le Simeone, le Levi, le Juda; le Isakare, le Sebulone, le Benjamine; le Dane, le Nafthali, le Gade, le Ashere. Batho bohle ba leloko la Jakobo e ne e le mashome a supileng. Josefa yena o ne a se a le Egepeta. Josefa a shwa, le bana babo bohle, le moloko oo wohle. Bana ba Iseraele ba beleha haholo, ba ata, ba ngatafala, ba eba matla haholo, hoo ba ileng ba tlala naha yohle ya Egepeta. Kgosi e ntjha, e neng e sa ka ya tseba Josefa, ya busa Egepeta. Yaba e re ho batho ba yona: “Bonang, setjhaba sena sa bana ba Iseraele se sengata ho re feta, se bile se matla ho re feta. Tloong: A re se sebetseng ka bohlale, esere sa nna sa ngatafala, mme ha ntwa e ka qhoma sa thusa dira tsa rona, sa re lwantsha, sa tswa naheng ena.” Yaba ba se beela balebedi ho se sebedisa ka thata, hore ba se hlokofatse ka mesebetsi ya bona e boima. Baiseraele ba hahela Faro metse ya Pitome le Ramesese, eo ho bolokwang dijo ho yona. Empa leha Baiseraele ba ntse ba tujwa hakaalo, bona ba nna ba ngatafala, ba tlala hohle. Baegepeta ba tshoha bana ba Iseraele, ba ba sebedisa hampe, e le makgoba. Ba ba sulafaletsa bophelo ka ho ba sebedisa ka thata mosebetsing wa ho etsa ditene ka letsopa, le mesebetsing yohle ya masimong; le mesebetsing yohle ya bona, eo ba neng ba ba sebedisa yona ka thata. Jwale kgosi ya Egepeta ya bua le babelehisi ba neng ba belehisa basadi ba Baheberu; lebitso la e mong wa bona e ne e le Shifera, wa bobedi e le Pua; ya re: “Ha le belehisa basadi ba Baheberu, le hlahlobe bana; ha e le wa moshanyana le mmolaye, ha e le wa ngwanana le mo tlohele a phele.” Empa babelehisi ba ne ba tshaba Modimo, mme ba se ke ba etsa kamoo kgosi ya Egepeta e ba laetseng kateng, ba tlohela bana ba bashanyana ba phela. Yaba kgosi ya Egepeta e bitsa babelehisi, e re ho bona: “Ke ka baka lang ha le etsa ntho e tjee, le tlohela bana ba bashanyana ba phela?” Babelehisi ba re ho Faro: “Ke hobane basadi ba Baheberu ha ba tshwane le basadi ba Baegepeta; bona ba a potlaka, mme ba beleha mmelehisi a eso fihle ho bona.” Modimo a baballa babelehisi bao, mme Baiseraele ba nna ba ngatafala, ba ba matla haholo. Le babelehisi bao Modimo a ba fa bana, kaha ba ne ba tshaba Modimo. Jwale Faro a laela setjhaba sa hae sohle, a re: “Bashanyana bohle ba Baheberu ba tla tswalwa, le ba akgele ka nokeng, empa, banana bohle bona le ba tlohele ba phele.” Monna e mong wa leloko la Levi a ya, a nyala morwetsana wa leloko la Levi. Mosadi eo a ithwala, a tswala mora. Ha a bona hore o motle, a mo pata ka kgwedi tse tharo. Yare ha a se a sitwa ho mo pata, a nka sethoto se entsweng ka lehlaka, a se bitiela ka boroku le ka boka, mme a bea ngwana boroku le ka boka, mme a bea ngwana ka ho sona, a se bea hara lehlaka, lebopong la noka. Kgaitsedi ya hae ya emela thokwana, hore e tle e bone se tla etsahala ho yena. Jwale moradi wa Faro a theohela nokeng, ho ya tola; barwetsana ba mo sebeletsang ba nna ba tsamaya lebopong la noka. Moradi wa Faro a bona sethoto hara lehlaka, mme a romela lekgabunyane la hae ho ya se lata. Ha a se kwaholla, a bona ngwana wa moshanyana a ntse a lla. A mo hauhela, a re: “Enwa ke e mong wa bana ba Baheberu.” Yaba kgaitsedi ya ngwana eo e re ho moradi wa Faro: “Na nka ya o bitsetsa mosadi wa Moheberu ya nyantshang, a tle a o nyantshetse ngwana eo?” Moradi wa Faro a re ho yena: “Tsamaya!” Ngwanana a ya, a bitsa mma ngwana eo. Yaba moradi wa Faro o re: “Nka ngwana enwa, o yo nnyantshetsa yena, mme ke tla o nea moputso wa hao.” Mosadi eo a nka ngwana, mme a ya mo nyantsha. Ha ngwana a se a hodile, mosadi a mo tlisa ho moradi wa Faro, ya eba mora wa hae. A mo rea lebitso la Moshe, a re: “Ke hobane ke mo inotse metsing.” Ka tsatsi le leng, ha Moshe a se a hodile, a etela bana babo, mme a bona mosebetsi o boima, oo ba o etsang. Ke ha a bona monna wa Moegepeta a otla monna wa Moheberu wa ba habo Moshe. A qamaka ka nqa tsohle, mme ha a bona hore ha ho motho, a bolaya Moegepeta eo, a mo epela lehlabatheng. Ka letsatsi le hlahlamang a ya hape, a bona banna ba Baheberu ba babedi ba lwana; yaba o re ho ya molato: “Ke ka baka lang ha o otla ngwaneno?” Eo a araba, a re: “Ke mang ya o beileng hore o be mmusi le moahlodi wa rona? O so rata ho mpolaya jwalokaha o bolaile Moegepeta?” Yaba Moshe o a tshoha, o re: “Ruri taba ena e a tsejwa!” Yare ha Faro a utlwela taba ena, a batla ho bolaya Moshe. Empa Moshe a baleha Faro, a tshabela naheng ya Midiane, a fihla a dula pela sediba sa moo. Jwale moprista wa Midiane o ne a ena le baradi ba supileng. Yaba ba a tla, ba kga metsi, ba tlatsa senwello, ba nwesa mehlape ya ntata bona. Ke ha ho fihla badisa, eba ba a ba leleka; yaba Moshe o a ema, o a ba thusetsa, a ba a nwesa mohlape wa bona. Ha ba fihla ho ntata bona, Reuele, a re ho bona: “Ke ka baka lang ha le tlile kapele, kajeno?” Ba araba, ba re: “Monna e mong wa Moegepeta o ile a re namolela ho badisa; a ba a re kgella metsi, a nwesa mohlape.” Yaba o re ho baradi ba hae: “O kae monna eo? Le ne le mo sielang? Mmitseng, a tlo ja!” Moshe a utlwisisa ho dula ha monna eo, mme monna eo a mo nea Sefora, moradi wa hae. Sefora a tswala mora, mme Moshe a mo rea lebitso la Gereshome, hobane o ne a re: “Nna ke mojaki naheng ya baditjhaba.” Ha ho se ho fetile dilemo tse ngata, kgosi ya Egepeta ya eshwa. Bana ba Iseraele ba dumaduma ka baka la bokgoba ba bona, ba lla. Bokgobeng boo ba bona, sello sa bona sa nyolohela ho Modimo. Yaba Modimo o utlwa sello sa bona, mme Modimo a hopola selekane seo a neng a se etse le Aborahama, le Isaka, le Jakobo. Modimo a bona bana ba Iseraele, mme a ba utlwela bohloko. Moshe o ne a disa mohlape wa mohwe wa hae Jethero, moprista wa Midiane. A alosetsa mohlape oo hole lehwatateng, a ba a ya fihla Horebe, thabeng ya Modimo. Lengeloi la Morena la iponahatsa ho yena le le kahara lelakabe la mollo le tswang sehlahleng sa monokotshwai. Moshe a tadima, mme a bona sehlahla sa monokotshwai se laima malakabe, empa se sa tjhe. Yaba Moshe o re: “Ke tla kgelohela ho sona, nke ke bone pono ena e kgolo, le hore na keng ha sehlahla sena sa monokotshwai se sa tjhe.” Morena a bona hore Moshe o a kgelohela, ho ya bona, mme Modimo a mmitsa a le kahara sehlahla sa monokotshwai, a re: “Moshe! Moshe!” Yaba Moshe o re: “Ke nna enwa!” Modimo a re ho yena: “O se ke wa atamela mona! Rola meqathatso ya hao, hobane sebaka seo o emeng ho sona se a halalela!” A ba a re: “Ke nna Modimo wa ntatao, Modimo wa Aborahama, Modimo wa Isaka, le Modimo wa Jakobo!” Moshe a ipata sefahleho, hobane o ne a tshaba ho tadima Modimo. Yaba Morena o re: “Ke bone matshwenyeho a setjhaba sa ka se Egepeta; ke utlwile le sello sa sona, se bakwang ke bahlorisi ba sona, mme ke tseba ditlhokofatso tsa sona. Ke theohetse lefatsheng ke hona ho tla se lopolla matsohong a Baegepeta; ho se nyolla naheng eo, ke se ise naheng e ntle, e batsi; naheng e phallang lebese le mahe a dinotshi; naheng ya Bakanana, le Bahete, le Baamore, le Baperise, le Bahife, le Bajebuse. Bona, sello sa bana ba Iseraele se fihlile ho nna; le nna ke bone kgatello ya bona, eo Baegepeta ba ba hateletseng ka yona. Tloo he, jwale, ke tla o roma ho Faro, mme wena o ntshe setjhaba sa ka, bana ba Iseraele, naheng ya Egepeta.” Empa Moshe a re ho Modimo: “Nna ke mang, hoo nka yang ho Faro, ka ntsha bana ba Iseraele naheng ya Egepeta?” Modimo a re ho yena: “Ke tla ba le wena, mme sena ke sesupo sa hore ke o romile: ha o se o ntshitse setjhaba seo naheng ya Egepeta, o tla sebeletsa Modimo thabeng ena.” Jwale Moshe a re ho Modimo: “Bona, etlare ha ke fihla ho bana ba Iseraele, ke re ho bona: Modimo wa bo-ntata lona o nthomile ho lona, mme ba re ho nna: Lebitso la hae ke mang? ke tla reng ho bona?” Modimo a re ho Moshe: “Ke nna yena eo e ntseng e le yena.” Yaba o re: “O tla bolella setjhaba sa Iseraele tjena: Eo e ntseng e le yena o nthomile ho lona. ” Modimo a boela a re ho Moshe: “O tla bolella bana ba Iseraele tjena: Morena, Modimo wa bo-ntata lona, Modimo wa Aborahama, Modimo wa Isaka, le Modimo wa Jakobo, o nthomile ho lona. Lena ke lona lebitso la ka la mehla yohle; ke tla tsejwa ka lona ke meloko yohle. “Tsamaya, o bokelle baholo ba Iseraele, o re ho bona: Morena, Modimo wa bo-ntata lona, Modimo wa Aborahama, le Isaka, le Jakobo, o iponahaditse ho nna, a re: Ke ile ka le etela, mme ka bona tseo le di etswang naheng ya Egepeta. Ke re ke tla le ntsha matshwenyehong a Egepeta, ke le ise naheng ya Bakanana, le Bahete, le Baamore, le Baperise, le Bahife, le Bajebuse; naheng e phallang lebese le mahe a dinotshi. “Jwale ba tla mamela lentswe la hao. Wena le baholo ba Iseraele le tla ya ho kgosi ya Egepeta, mme le re ho yona: Morena, Modimo wa Baheberu, o teane le rona; kahoo re a o kopa, hore o re dumelle re nke leeto la matsatsi a mararo, re ye lehwatateng, re yo etsetsa Morena, Modimo wa rona, sehlabelo. Feela ke a tseba hore kgosi ya Egepeta e ke ke ya le dumella ho tsamaya, haese ha e etswa ka matla hore e etse jwalo. Kahoo ke tla otlolla letsoho la ka, ke otle naha ya Egepeta ka mehlolo yohle, eo ke tla e etsa teng. Kamorao ho moo kgosi e tla le lokolla le tsamaye. “Ke tla etsa hore Baegepeta ba hlomphe setjhaba sena, mme ha le tsamaya le ke ke la tsamaya le itlhophere. Mosadi e mong le e mong wa Moheberu a kope dintho tse entsweng ka silefera, le tse entsweng ka kgauta, le diaparo, ho mosadi wa Moegepeta eo ba ahelaneng le yena, le eo e ka bang moeti lapeng la hae. Le kgabise bara ba lona le baradi ba lona ka tsona, mme ebe le hapa leruo la Baegepeta.” Jwale Moshe a araba, a re: “Empa bona, ha ba na ho nkgolwa, mme ha ba na ho mamela lentswe la ka, hobane ba tla re: Morena ha a eso ka a iponahatsa ho wena. ” Yaba Morena o re ho yena: “Ke eng eo e ka letsohong la hao?” Moshe a re: “Ke molamu.” Morena a re: “O akgele fatshe!” A o akgela fatshe, mme wa fetoha noha, Moshe a ba a e baleha. Jwale Morena a re ho Moshe: “Nanabetsa letsoho la hao, o e tshware ka mohatla!” A nanabetsa letsoho la hae, a e tshwara, mme ya fetoha molamu ka letsohong la hae. Morena a re ho yena: “O etse jwalo, ba tle ba kgolwe hore Morena, Modimo wa bo-ntata bona, Modimo wa Aborahama, Modimo wa Isaka, le Modimo wa Jakobo, o fela a ile a iponahatsa ho wena.” Morena a boela a re ho yena: “Jwale kenya letsoho la hao katlasa seaparo, sefubeng sa hao.” Moshe a kenya letsoho la hae katlasa seaparo, sefubeng sa hae, a ba a le ntsha, mme bonang, la tswa le se le le lesweu ke lepera, le ka lehlwa. “Yaba Morena o re: Busetsa letsoho la hao katlasa seaparo, sefubeng sa hao. A busetsa letsoho la hae katlasa seaparo, sefubeng sa hae, a ba a le ntsha, mme bonang, la tswa le se le fodile, le tshwana le pele. “Haeba ba sa o kgolwe, mme ba sa mamele lentswe la hao ha ba bona mohlolo wa pele, ba tla kgodiswa ke mohlolo wa bobedi. Haeba ba ntse ba sa kgodiswe ke mehlolo ena e mmedi, mme ba sa mamele lentswe la hao, o tle o kge metsi nokeng, o atshele fatshe, moo ho ommeng. Metsi ao, ao o a kgileng nokeng, a tla fetoha madi ha a fihla mobung o ommeng.” Jwale Moshe a re ho Morena: “Oho, Morena, ha ke na bokgeleke ba puo. Haesale o qala ho buisana le mohlanka wa hao maobane, ho fihlela kajeno, ke ntse ke se na bokgeleke, hobane ke lehwelea, ke a kokotletsa.” Morena a re ho yena: “Ke mang ya entseng molomo wa motho? Ke mang ya mo etsang hore e be semumu, kapa tsebetutu, kapa a bone, kapa e be sefofu? Na hase nna Morena? Eya he, mme ke tla o thusa ho bua hantle, ke o rute seo o tla se bua.” Empa Moshe a re: “Oho, Morena, ke a o rapela: Ako rome e mong osele.” Jwale kgalefo ya Morena ya tlokela Moshe, mme Morena a re ho yena: “Ha ke re moholwane wa hao Arone, wa Molevi, o teng? Ke a tseba hore yena o na le bokgeleke ba puo. Bona mona, o ntse a etla ho tla o kgahlanyetsa, mme o tla thaba haholo ha a o bona. O tla bua le yena, o mo rute seo a tla se bua; nna ke tla le thusa hore le bue hantle, mme ke le rute seo le tla se etsa. O tla o buella ho setjhaba, e be yena molomo wa hao, wena o be jwaloka Modimo ho yena. Wena o tla tshwara molamu ona ka letsoho la hao, o etse mehlolo ka wona.” Moshe a tsamaya, a kgutlela ho Jethero, mohwe wa hae, a re ho yena: “Ke a o kopa: Ako ntumelle ke kgutlele ho bana beso ba Egepeta, ke yo bona hore na ba sa phela.” Yaba Jethero o re ho Moshe: “Tsamaya ka kgotso!” Jwale Morena a re ho Moshe, a le Midiane: “Tsamaya, o kgutlele Egepeta, hobane batho bohle ba neng ba batla ho o bolaya ba shwele.” Yaba Moshe o nka mosadi wa hae, le bara ba hae, o ba palamisa tonki, o kgutlela naheng ya Egepeta. Moshe a nka le molamu wa Modimo ka letsohong la hae. Jwale Morena a re ho Moshe: “Ha o kgutlela Egepeta, hlokomela hore mehlolo yohle eo ke o neileng matla a ho e etsa, o e etse moo Faro a ntseng a bona. Empa ke tla thatafatsa pelo ya hae, mme a ke ke a lokolla setjhaba hore se tsamaye. Wena o tla bua le Faro, o re Morena o bua tjena, o re: Iseraele ke mora wa ka wa letsibolo. Ke o boleletse hore o mo lokolle, a yo ntshebeletsa, empa o hanne; bona, ke tla bolaya mora wa hao wa letsibolo. ” Yare ha ba le tseleng, moo ba neng ba robaleditse teng, Morena a teana le Moshe, mme a batla ho mmolaya. Ke ha mosadi wa hae Sefora a nka lejwe le bohale, a bolotsa mora wa hae, mme ka leeko leo a le kgaotseng ho mora wa hae a ama botona ba Moshe, a re: “Ruri o monna wa madi ho nna!” Yaba Morena o tlohela Moshe. Sefora o ne a re ke monna wa madi, ka baka la lebollo. Jwale Morena a re ho Arone: “Tsamaya, o yo kgahlanyetsa Moshe lehwatateng.” Arone a tsamaya, a teana le Moshe thabeng ya Modimo, a mo aka. Moshe a phetela Arone mantswe wohle ao Morena a a buileng ho yena, ha a mo roma, le mehlolo yohle eo a mo laetseng ho e etsa. Moshe le Arone ba ya, ba fihla ba phutha baholo bohle ba bana ba Iseraele. Yaba Arone o pheta mantswe wohle ao Morena a a buileng ho Moshe; a ba a etsa le mehlolo moo setjhaba se ntseng se bona. Setjhaba sa kgolwa, mme ha se utlwa hore Morena o ne a etetse bana ba Iseraele, le hore o bone matshwenyeho a sona, sa inamisa dihlooho, sa rapela. Kamora tsena Moshe le Arone ba ya ho Faro, ba re ho yena: “Morena, Modimo wa Iseraele, o re: Lokolla setjhaba sa ka, se tle se yo nketsetsa mokete lehwatateng. ” Faro a re: “Morena eo ke mang, eo ke tshwanelang ho mamela lentswe la hae, ebe ke lokolla Baiseraele? Nna ha ke tsebe Morena; ebile ha nka ke ka lokolla Baiseraele!” Yaba ba re ho yena: “Modimo wa Baheberu o teane le rona; re dumelle jwale, re a kopa, re nke leeto la matsatsi a mararo, re ye lehwatateng, re yo etsetsa Morena Modimo wa rona, sehlabelo, esere a re bolaya ka lefu la sewa, kapa ka sabole.” Empa kgosi ya Egepeta ya re ho yena: “Wena Moshe le wena Arone, keng ha le tlohedisa batho mosebetsi wa bona? Kgutlelang mesebetsing ya lona!” Faro a boela a re: “Bonang kamoo batho ba naha ena ba seng ba le ba bangata kateng! Jwale le ba tlohedisa mesebetsi ya bona!” Ka lona letsatsi leo Faro a laela bahlorisi ba setjhaba, le baokamedi ba basebetsi, a re: “Le se hlole le nea batho bana seteroi sa ho etsa ditene, jwaloka pele; ba tla ipokellela sona ka bobona. Empa palo ya ditene tseo ba neng ba di etsa pele, yona ba nne ba e etse; le se ke la e fokotsa le hanyenyane feela, hobane ba botswa; ke ka baka lena ba ntseng ba lla, ba re: Re lokolle, re yo etsetsa Modimo wa rona sehlabelo. Le belese banna ka mosebetsi o boima ho feta pele, ba tle ba sebetse wona feela, ba se ke ba mamela dipuo tsena tsa leshano.” Bahlorisi ba setjhaba le baokamedi ba basebetsi ba tswa, ba ya bua le setjhaba, ba re: “Faro o buile tjena: Ha ke sa tla hlola ke le nea seteroi! Lona, ka bolona, tsamayang le yo ipatlela seteroi moo le ka se fumanang teng, empa mosebetsi wa lona ha o na ho fokotswa le hanyenyane feela!” Jwale batho ba phasaphasa le naha ya Egepeta, ba thonaka dirite bakeng sa seteroi. Bahlorisi ba ba sunya mangwele, ba re: “Phethang mosebetsi wa lona wa letsatsi le leng le le leng, jwaloka pele ha seteroi se ne se le teng!” Baokamedi ba bana ba Iseraele, bao bahlorisi ba kgethilweng ke Faro ba neng ba ba beile hodima bona, ba kgakgathwa, ha thwe: “Ke ka baka lang ha kajeno le maobane le sa phetha mosebetsi wa lona jwaloka pele, e leng oo le o baletsweng wa ho etsa ditene?” Baokamedi ba bana ba Iseraele ba fihla, ba lla ho Faro, ba re: “Ke ka baka lang ha o etsa bahlanka ba hao tjee? Bahlanka ba hao ha ba sa newa seteroi, empa ho thwe ho bona: Etsang ditene! Bona, bahlanka ba hao ba a kgakgathwa; feela molato ke wa setjhaba sa hao.” Empa Faro a re: “Le botswa! Le botswa! Ke ka baka lena le reng: Re lokolle, re yo etsetsa Morena sehlabelo. Tsamayang hona jwale, le yo sebetsa; le ke ke la newa seteroi; empa palo e badilweng ya ditene yona le tla e etsa.” Baokamedi ba bana ba Iseraele ba iphumana ba le tsietsing, ha ho thwe: “Le ke ke la fokotsa palo ya ditene tsa letsatsi le leng le le leng le hanyenyane feela.” Ha ba etswa ho Faro ba teana le Moshe le Arone, ba neng ba ba emetse, mme ba re ho bona: “Morena a ke a le bone, a le ahlole, hobane le entse hore re be batho ba kgopo mahlong a Faro, le mahlong a bahlanka ba hae, la ba nea sabole matsohong, hore ba re bolaye!” Yaba Moshe o kgutlela ho Morena, o re: “Morena, o etseditseng setjhaba see hampe? Ke ka baka lang o ileng wa nthoma? Haesale ke etla ho Faro ho bua ka lebitso la hao, Faro o entse setjhaba sena hampe, empa ha o eso etse letho ho lopolla setjhaba sa hao.” Yaba Modimo o re ho Moshe: “Jwale o tla bona seo ke tla se etsa ho Faro. Ka letsoho la ka le matla, ke tla mo tlama hore a lokolle setjhaba sa ka; ka letsoho la ka le matla, ke tla mo tlama hore a se leleke.” Modimo a bua ho Moshe, a re: “Ke nna Morena. Ke ile ka iponahatsa ho Aborahama, le ho Isaka, le ho Jakobo, ke le Modimo ya matla wohle, empa ha ke a ka ka itsebisa bona ka lebitso la ka, ke le Morena. Hape ke ile ka etsa selekane sa ka le bona, e leng sa ho ba nea naha ya Kanana; naha ya bojaki ba bona, eo ba neng ba jakile ho yona. Hape ke bile ke utlwile le sello sa bana ba Iseraele, bao Baegepeta ba ba entseng makgoba a bona, mme ke hopotse selekane sa ka. “Ka baka leo, ere ho bana ba Iseraele: Ke nna Morena; ke tla le imolla mejaro ya Baegepeta, ke le lopolle bokgobeng ba bona, ke le lopolle ka letsoho la ka le matla, le ka dikahlolo tse boima. Ke tle le etsa setjhaba sa ka, mme ka tla ba Modimo wa lona; le tla tseba hore ke nna Morena Modimo wa lona, yena ya le imolotseng mejaro ya Baegepeta. Ke tla le fihlisa naheng eo ke neng ke hlapanye hore ke tla e nea Aborahama, le Isaka, le Jakobo, mme ke tla e nea lona e be leruo la lona. Ke nna Morena. ” Moshe a bua tjena ho bana ba Iseraele, empa ha ba a ka ba mo mamela, ka baka la ho nyahama dipelo, le ka baka la bokgoba bo thata. Yaba Morena o bua ho Moshe, o re: “Tsamaya, o yo bua le Faro, kgosi ya Egepeta, o re a lokolle bana ba Iseraele ba tswe naheng ya hae.” Empa Moshe a re ho Morena: “Bona, bana ba Iseraele ha ba a ka ba mmamela; jwale Faro yena a ka mmamela jwang, nna eo molomo wa ka o se nang bokgeleke ba puo?” Jwale Morena a bua ho Moshe le ho Arone, a ba nea taelo e amang bana ba Iseraele, le e amang Faro, kgosi ya Egepeta, hore a lokolle bana ba Iseraele ba tswe naheng ya Egepeta. Ana ke mabitso a dihlooho tsa malapa a Iseraele. Bara ba Rubene, letsibolo la Iseraele, ke Hanoke, le Palo, le Heserone, le Karimi. Ana ke wona malapa a Rubene. Bara ba Simeone ke Jemuele, le Jamine, le Ohade, le Jakine, le Sohara, le Shaule, mora wa mosadi wa Mokanana. Ana ke wona malapa a Simeone. Ana ke mabitso a bara ba Levi, ka ho ya ka ho hlahlamana ha bona: Gereshone, le Kohate, le Merari. Levi o ile a phela dilemo tse lekgolo le mashome a mararo a metso e supileng. Bara ba Gereshone ke Lebeni, le Shimei, ka ho ya ka malapa abo bona. Bara ba Kohate ke Amorame, le Isihare, le Heborone, le Usiele. Kohate o ile a phela dilemo tse lekgolo le mashome a mararo a metso e meraro. Bara ba Merari ke Mahele le Mushi. Ana ke wona malapa a Balevi ka ho hlahlamana ha wona. Amorame a nka rakgadia hae Jokobeta, hore e be mosadi wa hae, mme a mo tswalla Arone le Moshe. Amorame a phela dilemo tse lekgolo le mashome a mararo a metso e supileng. Bara ba Isihare ke Kora, le Nefege, le Sikeri. Bara ba Usiele ke Mishaele, le Elesafane, le Siteri. Arone a nka Elesheba, moradi wa Aminadabe, kgaitsedi ya Nashone, hore e be mosadi wa hae, mme a mo tswalla Nadabe, le Abihu, le Eleasare, le Itamare. Bara ba Kora ke Asire, le Elekana, le Abiasafe. Ana ke wona malapa a morabe wa Bakora. Eleasare, mora wa Arone, a nka e mong wa baradi ba Putiele, hore e be mosadi wa hae, mme a mo tswalla Finease. Ana ke mabitso a dihlooho tsa Balevi, ho ya ka malapa a bona. Arone le Moshe ke bona bao Morena a neng a re ho bona: “Ntshang bana ba Iseraele naheng ya Egepeta, ho ya ka mabotho a bona.” Ke bona bo-Arone le Moshe ba neng ba bue le Faro, kgosi ya Egepeta, ba re a lokolle bana ba Iseraele, ba tswe naheng ya Egepeta. Ka letsatsi leo Morena a neng a bue ka lona ho Moshe, ha a le naheng ya Egepeta, Morena o ne a re ho Moshe: “Ke nna Morena! Bolella Faro, kgosi ya Egepeta, tsohle tseo ke tla di bua ho wena.” Yaba Moshe o re ho Morena: “Bona, ha ke na bokgeleke ba puo; jwale Faro a ka mmamela jwang?” Morena a re ho Moshe: “Bona, ke o etsa hore o be jwaloka Modimo ho Faro, mme moholwane wa hao Arone e tla ba moporofeta wa hao. O tla bua tsohle tseo ke o laelang tsona. Moholwane wa hao Arone o tla bolella Faro, hore a lokolle bana ba Iseraele, ba tswe naheng ya hae. Feela nna ke tla thatafatsa pelo ya Faro, ke etse mehlolo le dimakatso tsa ka tse ngata naheng ya Egepeta, empa Faro a ke ke a le mamela. Ke tla otla Egepeta ka letsoho la ka, ka dikahlolo tse boima, ke ntshe mabotho a ka, setjhaba sa ka, bana ba Iseraele, naheng ya Egepeta. Baegepeta ba tla tseba hore ke Morena, ha ke otlolla letsoho la ka ke ba otla, mme ke ntsha bana ba Iseraele hara bona.” Moshe le Arone ba etsa kamoo Morena a ba laetseng kateng. Ba fela ba etsa jwalo. Ha ba bua le Faro, Moshe o ne a ena le dilemo tse mashome a robedi, Arone a ena le dilemo tse mashome a robedi a metso e meraro. Jwale Morena a bua ho Moshe le ho Arone, a re: “Ha Faro a bua le lona, a re: Ipakeng ka ho etsa mohlolo, wena o tla re ho Arone: Nka molamu wa hao, o o akgele kapele ho Faro, o tle o fetohe noha. ” Yaba Moshe le Arone ba ya ho Faro, mme ba etsa kamoo Morena a ba laetseng kateng. Arone a akgela molamu wa hae kapele ho Faro, le kapele ho bahlanka ba hae, mme wa fetoha noha. Jwale Faro le yena a bitsa banna ba bohlale le dingaka, mme ka malepa a tsona dingaka tsa Egepeta le tsona tsa etsa jwalo. Tsa akgela melamu ya tsona fatshe ka bomong, mme ya fetoha dinoha, empa molamu wa Arone wa metsa melamu ya dingaka. Feela pelo ya Faro ya nna ya thatafala, a se ke a ba mamela, jwalokaha Morena a ne a ile a bolela. Jwale Morena a re ho Moshe: “Pelo ya Faro e thatafetse, o hana ho lokolla setjhaba hore se tsamaye. Hosasane o tle o ye ho Faro. Bona, o tla be a eya nokeng; wena o tle o eme lebopong la noka, o teane le yena, ka letsohong la hao o nke molamu o ileng wa fetoha noha. O tle o re ho yena: Morena Modimo wa Baheberu, o nthomile ho wena, o re: Lokolla setjhaba sa ka, se tle se yo ntshebeletsa lehwatateng. Empa bona, ho fihlela jwale ha o eso ka o mamela. Morena o bua tjena: Ka sena o tla tseba hore ke nna Morena. Bona, ka molamu o ka letsohong la ka ke tla otla hodima metsi a ka nokeng, mme a tla fetoha madi. Ditlhapi tse ka nokeng di tla shwa; noka e tla nkga phu! mme Baegepeta ba tla nyonya ho nwa metsi a tswang nokeng. ” Yaba Morena o re ho Moshe: “Ere ho Arone: Nka molamu wa hao, o otlolle letsoho la hao hodima metsi a Egepeta, le hodima dinoka tsa bona, le hodima dinokana tsa bona; le hodima matsha a bona, le hodima metsi a bona wohle a bokellaneng, hore a tle a fetohe madi. Ho tla ba le madi naheng yohle ya Egepeta, esita le meruleng le meritshwaneng.” Moshe le Arone ba etsa jwalokaha Morena a ba laetse. Arone a phahamisa molamu, a otla metsi a ka nokeng Faro a ntse a tadimile, le bahlanka ba hae ba ntse ba tadimile, mme metsi wohle a ka nokeng a fetoha madi. Ditlhapi tse ka nokeng tsa eshwa, noka ya nkga phu! mme Baegepeta ba nyonya ho nwa metsi a tswang nokeng. Madi a ba hohle naheng ya Egepeta. Ka malepa a tsona dingaka tsa Egepeta le tsona tsa etsa jwalo, mme pelo ya Faro ya nna ya thatafala, a se ke a mamela jwalokaha Morena a ne a ile a bolela. Faro a kgutla, a boela tlung ya hae, mme a se ke a natsa taba ena. Baegepeta bohle ba tjheka metsi a ho nwa kathoko ho noka, hobane ba ne ba sitwa ho nwa metsi a tswang ka nokeng. Ha feta matsatsi a supileng kamora hoba Morena a otle noka. Yaba Morena o re ho Moshe: “Eya ho Faro, o re ho yena: Morena o bua tjena, o re: Lokolla setjhaba sa ka, se tle se yo ntshebeletsa! Haeba o hana ho se lokolla, bona, ke tla otla naha yohle ka dihohwana. Noka e tla nyeunya dihohwana; di tla tswa nokeng, di kene ka tlung ya hao, le ka kamoreng ya hao ya ho robala le betheng ya hao, le ka matlung a bahlanka ba hao, le hara setjhaba sa hao; le ka diboping tsa hao, le ka dijaneng tsa hao tse dubelang bohobe. Dihohwana di tla tlolela hodima hao, le hodima setjhaba sa hao, le hodima bahlanka ba hao bohle. ” Jwale Morena a re ho Moshe: “Ere ho Arone: Tshwara molamu, o otlollele letsoho la hao hodima dinoka, le hodima matsha, o ntshe dihohwana, di tlale naha ya Egepeta. ” Arone a otlollela letsoho la hae hodima metsi a Egepeta, mme ha tswa dihohwana, tsa aparela naha ya Egepeta. Ka malepa a tsona, le tsona dingaka tsa etsa jwalo, tsa tlisa dihohwana naheng ya Egepeta. Faro a bitsa Moshe le Arone, a re: “Rapelang Morena hore a tlose dihohwana tsena ho nna le ho setjhaba sa ka, mme ke tla lokolla setjhaba hore se yo etsetsa Morena sehlabelo.” Yaba Moshe o re ho Faro: “Eba mosa ho kgetha nako eo ke tla o rapella ka yona, wena mmoho le bahlanka ba hao, le setjhaba sa hao, hore dihohwana di tloswe ho wena, le ka tlung ya hao, di sale ka nokeng feela.” Faro a re: “E be hosasane!” Moshe a re: “A ho be jwalokaha o bolela, e le hore o tle o tsebe hore ha ho ya kang Morena, Modimo wa rona. Dihohwana di tla tloha ho wena, le matlung a hao, le ho bahlanka ba hao, le ho setjhaba sa hao, di sale ka nokeng feela.” Yaba Moshe le Arone ba tloha ho Faro; Moshe a ipiletsa ho Morena ka taba ya dihohwana tseo Morena a neng a di rometse ho Faro. Morena a etsa kamoo Moshe a boletseng kateng; dihohwana tsa shwela ka matlung, le mabaleng, le masimong. Ba di bokella, ya eba diqubuqubu, mme naha ya nkga phu! Empa ha Faro a bona hore o imolotswe a thatafatsa pelo ya hae, a se ke a ba mamela, jwalokaha Morena a ne a boletse. Jwale Morena a re ho Moshe: “Ere ho Arone: Phahamisa molamu wa hao, o otle lerole la lefatshe, le fetohe menwang naheng yohle ya Egepeta. ” Ba etsa jwalo; Arone a otlolla letsoho la hae, a tshwere molamu, a otla lerole la lefatshe, mme menwang ya homela batho le diphoofolo. Lerole lohle la lefatshe la fetoha menwang naheng yohle ya Egepeta. Ka malepa a tsona, dingaka le tsona tsa leka ho hlahisa menwang, empa tsa hloleha; menwang ya homela batho le diphoofolo. Dingaka tsa re ho Faro: “Hona ke monwana wa Modimo.” Empa pelo ya Faro ya nna ya thatafala, mme a se ke a ba a ba mamela, jwalokaha Morena a ne a boletse. Jwale Morena a re ho Moshe: “O tsohe ka madungwadungwana, o yo ema kapele ho Faro. Bona, o tla be a eya nokeng, mme wena o re ho yena: Morena o bua tjena, o re: Lokolla setjhaba sa ka, se tle se yo ntshebeletsa. Empa ha o sa lokolle setjhaba sa ka, ke tla romela diboba ho wena, le ho bahlanka ba hao, le ho setjhaba sa hao, le matlung a hao. Matlo a Baegepeta a tla tlala diboba, le wona mobu oo a hahilweng ho wona. “ Mohla letsatsi leo, ke tla sekeletsa setereka sa Goshene, moo setjhaba sa ka se ahileng teng, hore ho sona ho se be diboba; e le hore o tle o tsebe hore ke nna Morena naheng ena. Ke tla etsa kgethollo pakeng tsa setjhaba sa ka le setjhaba sa hao. Sesupo sena se tla etsahala hosasane. ” Morena a etsa jwalo; ha fihla boiyane ba diboba ka tlung ya Faro, le ka tlung ya bahlanka ba hae, le naheng yohle ya Egepeta, mme naha ya senyeha ke diboba. Yaba Faro o bitsa Moshe le Arone, o re ho bona: “Tsamayang, le yo etsetsa Modimo wa lona sehlabelo hona naheng ena!” Moshe a re: “Ha ho dumellehe hore re etse jwalo, hobane re etsetsa Morena Modimo wa rona, mahlabelo a diphoofolo tseo ho di hlaba e leng sebe ho Baegepeta. Bona mona, ha re ka etsa sehlabelo se jwalo, e leng sebe ho Baegepeta, ra se etsa moo ba ntseng ba bona, na ha ba na ho re tlepetsa ka majwe? Re tshwanetse ho nka leeto la matsatsi a mararo, re ye lehwatateng, re yo etsetsa Morena Modimo wa rona, sehlabelo, kamoo a ka re laelang kateng.” Ke ha Faro a re: “Ke tla le lokolla, le tle le yo etsetsa Morena Modimo wa lona, sehlabelo lehwatateng. Feela le se ke la ya hole, mme le nna le be le nthapelle.” Moshe a re: “Jwale ke se ke tla tloha ho wena, ho ya rapela Morena, mme hosasane diboba di tla tloha ho Faro, le ho bahlanka ba hae, le ho setjhaba sa hae; feela Faro a kgaotse ho nna a re thetsa, a hana ho lokolla setjhaba ho ya etsetsa Morena sehlabelo.” Yaba Moshe o tloha ho Faro, o ya ho rapela Morena. Morena a etsa kamoo Moshe a boletseng kateng, mme diboba tsa tloha ho Faro, le ho bahlanka ba hae, le ho setjhaba sa hae, ha se ke ha sala leha se le seng feela. Empa le nakong ena Faro a nna a thatafatsa pelo ya hae, mme a se ke a lokolla setjhaba hore se tsamaye. Jwale Morena a re ho Moshe: “Eya ho Faro, o bue le yena, o re: Morena Modimo wa Baheberu, o bua tjena, o re: Lokolla setjhaba sa ka, se yo ntshebeletsa. Haeba o ntse o hana ho se lokolla, o ntse o se thibela, bona, Morena o tla bolaya diphoofolo tsa hao tse naheng: dipere, le ditonki, le dikamele, le mehlape ya dikgomo, le ya dinku, ka lefu la sewa le leholo haholo. Morena o tla kgetholla diphoofolo tsa Baiseraele ho diphoofolo tsa Baegepeta, mme ha ho letho le tla shwa ho tsohle tseo e leng tsa bana ba Iseraele. ” Morena o se a beile nako, a re: “Morena o tla etsa ntho ena hosasane naheng ena.” Morena a fela a etsa ntho ena ka la hosasane; diphoofolo tsohle tsa Baegepeta tsa eshwa, empa ha se ke ha eshwa phoofolo leha e le nngwe diphoofolong tsa bana ba Iseraele. Ke ha Faro a romela batho ho ya bona hore na ke nnete, mme ba fumana ho sa shwa phoofolo leha e le nngwe diphoofolong tsa bana ba Iseraele. Empa pelo ya Faro ya nna ya thatafala, a se ke a lokolla setjhaba hore se tsamaye. Jwale Morena a re ho Moshe le ho Arone: “Ngwathang molora ka seboping, le tlatse matsoho a lona, mme Moshe a o hasetse hodimo, Faro a ntse a tadimile. Molora oo o tla fetoha lerole hodima naha yohle ya Egepeta, mme ha o wela hodima batho le hodima diphoofolo, naheng yohle ya Egepeta, o tla hlahisa lethopa le tla fetoha diso tse phephethang boladu.” Yaba ba ngwatha molora ka seboping, ba ema kapele ho Faro. Moshe a o hasetsa hodimo, mme wa hlahisa mathopa a ileng a fetoha diso tse phephethang boladu bathong le diphoofolong. Dingaka tsa hlolwa ho ema kapele ho Moshe, ka baka la diso, hobane diso di ne di tswile dingaka le Baegepeta bohle. Empa Morena a nna a thatafatsa pelo ya Faro, mme a se ke a ba mamela, jwalokaha Morena a ne a boleletse Moshe. Jwale Morena a re ho Moshe: “O tle o tsohe ka madungwadungwana, o yo ema kapele ho Faro, o re ho yena: Morena Modimo wa Baheberu, o bua tjena, o re: Lokolla setjhaba sa ka, se yo ntshebeletsa. Ka nako ena ke tla romela diwa tsa ka tsohle ho wena, le ho bahlanka ba hao, le ho setjhaba sa hao; e le hore o tle o tsebe hore ha ho ya kang nna lefatsheng lohle. Haeba ke ne ke ile ka phahamisa letsoho la ka, ka o otla hammoho le setjhaba sa hao ka lefu la sewa, o ka be o timetse lefatsheng, empa lebaka leo ke o babaletseng ka lona ke la hore, o tle o bone matla a ka, le hore lebitso la ka le tle le tume lefatsheng lohle. Feela o sa ntsane o ikgantshetsa setjhaba sa ka, o hana ho se lokolla. Bona, hosasane, ka yona nako ena, ke tla nesa sefako se dinaka, seo ho esong ho be se kang sona mona Egepeta, ho tloha mohla e simolohang, ho fihlela kajeno. Jwale roma batho ba yo phutha diphoofolo tsa hao, le tsohle tsa hao tse naheng, ba di kwalle, hobane batho bohle le diphoofolo tsohle tse fumanwang di le naheng, di sa phuthwa tsa kenngwa ka ditaleng, di tla tshwarwa ke sefako, mme di tla shwa. ” Jwale ya tshabang lentswe la Morena, hara bahlanka ba Faro, a balehisetsa makgoba a hae ka matlung, le diphoofolo tsa hae ka ditaleng. Empa ya sa natseng lentswe la Morena a tlohela makgoba a hae le diphoofolo tsa hae naheng. Morena a re ho Moshe: “Phahamisetsa letsoho la hao mahodimong, hore ho tle ho ne sefako naheng yohle ya Egepeta; se nele batho, se nele diphoofolo, se nele dimela tsohle tse naheng, mona naheng ya Egepeta.” Moshe a phahamisetsa molamu wa hae mahodimong, Morena a dumisa letolo, a nesa sefako; mmane wa hlaba fatshe, Morena a nesetsa sefako hodima naha ya Egepeta. Sefako sa na, mmane wa nna wa tsekema hara sefako se dinaka, seo ho esong ho be se kang sona naheng yohle ya Egepeta, haesale naha eo e eba le baahi. Hohle naheng ya Egepeta, sefako sa ruthutha tsohle tse neng di le naheng, ho qala ka batho ho isa ho diphoofolo; sefako sa ruthutha dimela tsohle tsa naha, le difate tsohle tsa naha, sa di roba dikotwana. Ke seterekeng sa Goshene feela, moo ho neng ho phela bana ba Iseraele, moo sefako se sa kang sa na teng. Yaba Faro o romela batho ho bitsa Moshe le Arone, mme a re ho bona: “Ha e le kajeno ke sitilwe. Morena o lokile; nna le setjhaba sa ka ke rona ba kgopo. Nthapelleng ho Morena. Letolo lena la Modimo le sefako, di feta tekanyo; ke tla le lokolla, mme le ke ke la hlola le dula mona.” Moshe a re ho Faro: “Hanghang ha ke etswa motseng mona, ke tla phahamisetsa matsoho a ka ho Morena; letolo le tla kgaotsa, le sefako se ke ke sa hlola se eba teng, hore o tle o tsebe hore lefatshe ke la Morena. Empa ke a tseba hore wena le bahlanka ba hao le ntse le eso tshabe Morena Modimo.” Motsitla le harese tsa ruthuthwa, hobane harese e ne e se e tswetse, mme motsitla o se o thuntse, empa koro le mabele tsona ha di a ka tsa ruthuthwa, hobane di jetswe morao. Yaba Moshe o tloha ho Faro, o tswa motseng, o phahamisetsa matsoho a hae ho Morena, mme letolo le sefako tsa kgaotsa, le pula ya se ke ya hlola e potlelana. Yare ha Faro a bona hore pula, le sefako, le letolo di kgaoditse, a boela a tswela pele ho etsa sebe. Yena le bahlanka ba hae ba nna ba thatafatsa dipelo tsa bona. Pelo ya Faro ya nna ya thatafala, mme a se ke a lokolla bana ba Iseraele, jwalokaha Morena a ne a boletse ka molomo wa Moshe. Jwale Morena a re ho Moshe: “Eya ho Faro. Ke thatafaditse pelo ya hae le dipelo tsa bahlanka ba hae, hore ke tle ke etse mehlolo ena ya ka hara bona; le hore o tle o tsebe ho phetela bana ba hao le ditloholo tsa hao, kamoo ke neng ke bapale ka Baegepeta kateng; le ho ba phetela mehlolo ena ya ka, eo ke e entseng hara Baegepeta. Ka hona le tla tseba hore ke nna Morena.” Moshe le Arone ba ya ho Faro, ba re ho yena: “Morena Modimo wa Baheberu, o bua tjena, o re: O tla hana ho ikokobetsa kapele ho nna ho fihlela neng? Lokolla setjhaba sa ka, se yo ntshebeletsa. Haeba o hana ho lokolla setjhaba sa ka, bona, hosasane ke tla tlisa ditsie naheng ena ya hao. Di tla aparela naha yohle, mme ha ho le ya mong ya tla tseba ho bona mobu. Di tla ja tsohle tse ileng tsa siuwa ke sefako, di je difate tsohle tsa lona tse melang. Di tla tlala ka matlung a hao, le ka matlung wohle a bahlanka ba hao, le ka matlung wohle a Baegepeta. Bo-ntatao le bo-ntataomoholo ha ba eso bone tse kaalo, haesale ba eba teng lefatsheng, ho fihlela letsatsi lena. ” Yaba Moshe o a reteleha, o tloha ho Faro. Jwale bahlanka ba Faro ba re ho yena: “Motho eo e tla ba leraba ho rona ho fihlela neng? Lokolla batho bana, ba tle ba yo sebeletsa Morena, Modimo wa bona. Na ha o eso hlokomele hore Egepeta e a timela?” Bo-Moshe le Arone ba kgutlisetswa ho Faro, mme a re ho bona: “Tsamayang, le yo sebeletsa Morena, Modimo wa lona. Feela ke bo-mang ba tla ya?” Moshe a re: “Re tla ya le bana ba rona, le maqheku a rona; re tla ya le bara ba rona, le baradi ba rona; le mehlape ya rona ya dinku, le mehlape ya rona ya dikgomo, hobane re lokela ho etsetsa Morena mokete.” Yaba Faro o re ho bona: “Morena a ke a be le lona, haeba le re, nka le lokolla le bana ba lona! Bonang, le na le morero a kgopo! Le ho ka! A ho tsamaye lona banna, hona jwale, le yo sebeletsa Morena, hobane ke sona seo le neng le se batla.” Yaba ba lelekwa kapele ho Faro. Morena a re ho Moshe: “Otlollela letsoho la hao hodima naha ya Egepeta, hore ditsie di tle; di aparele naha ya Egepeta, di je dimela tsohle tsa naha, le tsohle tse siilweng ke sefako.” Moshe a phahamisetsa molamu wa hae hodima naha ya Egepeta, mme Morena a fokisa moya wa botjhabela hodima lefatshe, letsatsi lohle le bosiu bohle. Ha bo esa, moya wa botjhabela wa tlisa ditsie. Ditsie tsa aparela naha yohle ya Egepeta, tsa hwaramana naheng yohle ya Egepeta, e le boiyane bo tshabehang. Pele ho tsona ho ne ho eso be le ditsie tse kang tsona; le kamorao ho tsona ha di sa tla ba teng. Di ne di aparetse naha hoo ho neng ho bonahala botsho ba tsona feela; tsa eja dimela tsohle tse naheng eo, le ditholwana tsohle tse difateng, tseo sefako se neng se di siile. Ha ho a ka ha sala letho le letalana difateng le dimeleng tsa naha, naheng yohle ya Egepeta. Faro a bitsa Moshe le Arone ka potlako, a re ho bona: “Ke sitetswe Morena Modimo wa lona; le lona ke le sitetswe. Jwale ke a le kopa: a le ke le ntshwarele sebe sena sa ka lekgetlo lena feela, mme le rapele Morena Modimo wa lona, hore a mpe a tlose lefu lena ho nna.” Moshe a tloha ho Faro, a ya rapela Morena. Yaba Morena o tsosa moya wa bophirimela, o matla haholo; wa fefola ditsie, wa ya di thesemetsa Lewatleng la Lehlaka, mme ha se ke ha sala tsie leha e le nngwe feela naheng yohle ya Egepeta. Empa Morena a nna a thatafatsa pelo ya Faro, mme a se ke lokolla bana ba Iseraele. Jwale Morena a re ho Moshe: “Phahamisetsa letsoho la hao mahodimong, ho tle ho be lefifi naheng ya Egepeta; lefifi leo ekang motho a ka le tshwara ka letsoho.” Moshe a phahamisetsa letsoho la hae mahodimong, mme ka matsatsi a mararo lefifi la bonkantjana la aparela naha yohle ya Egepeta. Batho ba sitwa ho bonana, mme ka matsatsi a mararo motho a sitwa ho tloha moo a dutseng teng. Empa moo ho ahileng bana ba Iseraele bohle, lesedi le ne le ntse le le teng. Yaba Faro o bitsa Moshe, o re ho yena: “Tsamayang, le yo sebeletsa Morena! Feela mehlape ya lona ya dinku le ya dikgomo, yona le e siye. Bana ba lona bona ba ka ya le lona.” Yaba Moshe o re: “Le wena he, o tlameha ho re nea diphoofolo tsa sehlabelo le tsa setjheso, re tle re etsetse Morena Modimo wa rona, sehlabelo. Le diphoofolo tsa rona di tla ya le rona ha ho na ho sala leha e le nngwe feela, hobane ho tsona re tla kgetha tse tla sebeletsa Morena Modimo wa rona. Ha re ka ke ra tseba seo re tla sebeletsa Morena ka sona, ho fihlela re fihla teng.” Morena a nna a thatafatsa pelo ya Faro, mme a se ke a utlwisisa ho ba lokolla. Faro a re ho Moshe: “Tloha pela ka! O itlhokomele, ke se hlole ke o bona hape, hobane mohla nka tshohang ke o bona hape, ke tla o bolaya!” Moshe a re: “O buile hantle! Ha ke sa tla hlola ke bona sefahleho sa hao hape!” Jwale Morena a re ho Moshe: “Ke sa tla tlisa sewa se seng hape hodima Faro le hodima Egepeta; kamorao ho moo o tla le lokolla, le tsamaye. Ha a le lokolla, o tla hle a le leleke ho hang. Jwale bua moo batho ba utlwang, hore monna e mong le e mong, le mosadi e mong le e mong a kope ho ya ahelaneng le yena dintho tse entsweng ka silefera, le tse entsweng ka kgauta.” Morena a etsa hore Baegepeta ba hlomphe Baiseraele. Le yena Moshe ya eba motho e moholo naheng ya Egepeta, le mahlong a bahlanka ba Faro, le mahlong a setjhaba. Moshe a re ho Faro: “Morena o re: ka seroko, ke tla tsamaya hara Egepeta yohle. Matsibolo wohle a naheng ya Egepeta a tla shwa; ho qala ka letsibolo la Faro, lona le tla dula teroneng ya hae, ho isa ho letsibolo la lekgabunyane le kgumameng kamora lelwala, le matsibolo wohle a diphoofolo. Ho tla ba le sello sa phohomela naheng yohle ya Egepeta, seo ho esong ho be se kang sona, mme se ke keng sa hlola se eba teng. Empa hara bana ba Iseraele bohle, ha ho le ntja e tla ke e rorele motho kapa phoofolo, e le hore le tle le tsebe hore Morena o kgetholla Baegepeta ho Baiseraele. Bahlanka bana ba hao bohle, ba tla tla ho nna, mme ba nkgumamele, ba re: Tsamaya, wena le batho bohle ba o setseng morao, mme kamorao ho moo le nna ke tla tsamaya.” Moshe a tloha ho Faro, kgalefo ya Faro e tlokoma. Jwale Morena a re ho Moshe: “Faro ha a ka ke a o mamela, e le hore mehlolo ya ka e tle e ate naheng ya Egepeta.” Moshe le Arone ba etsa mehlolo ena yohle moo Faro a bonang, empa Morena a nna a thatafatsa pelo ya Faro, a se ke a lokolla bana ba Iseraele hore ba tswe naheng ya hae. Morena a bua ho Moshe le ho Arone, ba le naheng ya Egepeta, a re: “Ho lona kgwedi ena e tla ba kgwedi ya pele ho dikgwedi; e tla ba kgwedi ya pele ya selemo. Bolellang setjhaba sohle sa Iseraele, le re: Ka letsatsi la leshome la kgwedi ena, e mong le e mong a inkele konyana, ho ya ka malapa a bo-ntata bona, lelapa ka leng le be le konyana. Haeba lelapa le le lenyenyane haholo, hoo le ke keng la lekana ho ja konyana, le e kopanele le lelapa le bapileng le lona, e arolelanwe ho ya ka palo ya batho ba tla e ja. E be konyana e tona, e se nang sepha, e nang le selemo. Le kgethe konyana kapa potsanyane. Le tla e boloka ho fihlela letsatsi la leshome le metso e mene la kgwedi ena, e nto hlajwa ka shwalane, moo setjhaba sohle se leng teng. Batho ba nke madi a yona, mme ka wona ba tlotse dikosene tse pedi tse mahlakoreng, le kosene e kahodimo ho monyako, matlung wohle ao ba tla e jella ho wona. Ba je nama eo hona bosiung bona boo, e besitswe, ba e jelelle le bohobe bo sa lomoswang, le ka moroho o babang. Le se ke la e ja e le tala, kapa e phehilwe ka metsi, empa kaofela ha yona e beswe mollong, mmoho le hlooho ya yona, le ditlhakwana tsa yona, le dikahare tsa yona. Ho se be letho leo le ka le sielang ho le ja ka la hosasane; ho ka salang ho tjheswe mollong. Le tle le e je tjena: le itlamile matheka, le rwetse meqathatso, le tshwere melamu ya lona; le e je le potlakile. Ke yona Paseka ya Morena. “ Ka bona bosiu boo ke tla tsamaya naheng yohle ya Egepeta, ke bolaye matsibolo wohle a naha ya Egepeta, a batho le a diphoofolo, mme ke tla ahlola medimo yohle ya Egepeta. Ke nna Morena. Madi ana e tla ba letshwao la lona, matlung ao le leng ho wona; etlare ha ke bona madi ke fete, mme ha ho sewa se tla le wela hodimo ho le timetsa, ha ke otla naha ya Egepeta. Letsatsi lena e tla ba la kgopotso ho lona, mme le tla le tlotlisa ka ho etsetsa Morena mokete. Meloko yohle ya lona e tla le boloka e le taelo ya mehla yohle. “ Ka matsatsi a supileng le tla ja bohobe bo sa lomoswang. Ka letsatsi la pele le tla tlosa ditomoso matlung a lona, hobane motho ya tla ja bohobe bo lomositsweng, ka matsatsi ana a supileng, o tla kgaolwa setjhabeng sa Iseraele. Ka letsatsi la pele ho tla ba le phutheho e halalelang, le ka letsatsi la bosupa e tla ba teng; ho se be mosebetsi oo le tla o etsa ka matsatsi ao, haese feela ho lokisa ho ka jewang; hoo ke hona feela hoo le ka ho etsang. “ Le tla nne le etse mokete wa bohobe bo sa lomoswang, hobane ke ka letsatsi lena ke ntshitseng mabotho a lona naheng ya Egepeta; kahoo lona le meloko yohle ya lona le tla boloka letsatsi lena e le taelo ya mehla yohle. Ka kgwedi ya pele, ka letsatsi la leshome le metso e mene la kgwedi, ka shwalane, le tla ja bohobe bo sa lomoswang ho fihlela ka shwalane ya letsatsi la mashome a mabedi a motso o mong la kgwedi. Ka matsatsi a supileng ho se be ditomoso tse tla fumanwa matlung a lona, hobane motho ya tla ja se lomositsweng o tla kgaolwa setjhabeng sa Iseraele; e ka ba mojaki, kapa letswallwa la naha ya lona. Le se ke la ja letho le lomositsweng; diahelong tsa lona tsohle le tla ja bohobe bo sa lomoswang! ” Yaba Moshe o bitsa baholo bohle ba Iseraele, o re ho bona: “Tsamayang le yo nkela malapa a lona dikonyana, mme le di hlabele mokete wa Paseka. Le nke le mahlaku a hisopa, le a ine mading a ka sekotlolong, le tlotse kosene e kahodimo ho monyako, le tse pedi tse ka mahlakoreng, ka madi a tswang ka sekotlolong. Ho se be motho ya tla tswa ka tlung ya hae ho fihlela hosasane. Morena o tla tsamaya hara Egepeta, a bolaye Baegepeta, empa ha a bona madi koseneng e kahodimo, le ho tse pedi tse ka mahlakoreng, Morena o tla feta monyako, a se dumelle Motimetsi hore a kene ka matlung a lona, ho le bolaya. “Le tla boloka taelo ena, e be molao ho lona le ho bana ba lona kamehla yohle. Etlare ha le fihla naheng eo Morena a tla le nea yona, jwalokaha a boletse, le boloke tshebeletso ena. E tle ere ha bana ba lona ba le botsa, ba re: Tshebeletso ee e bolelang?>*** le tle le re: Ke sehlabelo sa Paseka ya Morena, ya ileng a feta matlo a bana ba Iseraele, ha ba ne ba le Egepeta, mohla a neng a otla Egepeta, mme a sireletsa malapa a rona. ” Setjhaba sa itihela fatshe, sa rapela. Yaba bana ba Iseraele ba a ya, ba etsa kamoo Modimo a ileng a laela Moshe le Arone kateng. Jwale ka seroko, Morena a bolaya matsibolo wohle a naha ya Egepeta; ho qala ka letsibolo la Faro, lona le tla dula teroneng ya hae, ho isa ho letsibolo la motshwaruwa ya kwaletsweng tjhankaneng, le matsibolo wohle a diphoofolo. Yaba Faro o tsoha bosiu, yena le bahlanka ba hae, le Baegepeta bohle, mme ha eba le seboko sa phohomela Egepeta, hobane ho ne ho se lelapa le se nang ya shweleng. Faro a bitsa Moshe le Arone, hara bosiu, mme a re: “Tsamayang, le tswe hara setjhaba sa ka, lona ba babedi hammoho le bana ba Iseraele, le tsamaye, le yo sebeletsa Morena ho ya kamoo le boletseng kateng! Le nke mehlape ya lona ya dinku, le mehlape ya lona ya dikgomo, jwalokaha le ile la bolela; le tsamaye, mme le nna le ntlhohonolofatse!” Baegepeta ba sututsa setjhaba sa Iseraele ka matla, ho se potlakisa hore se tswe naheng ya bona, hobane ba ne ba re: “Kaofela ha rona re lekgatheng la ho shawa!” Baiseraele ba nka hlama ya bona e eso lomoswe, le dijana tsa bona tse dubelang, ba di phutha ka diaparo tsa bona, ba di jara mahetleng a bona. Bana ba Iseraele ba etsa ho ya kamoo Moshe a neng a ba laetse kateng, ba kopa Baegepeta hore ba ba fe dintho tse entsweng ka silefera, le tse entsweng ka kgauta, le diaparo. Morena a etsa hore Baegepeta ba hlomphe setjhaba sa Iseraele, mme ba se nea seo se se kopang. Ba siya Baegepeta ba se na letho. Bana ba Iseraele ba tsamaya ho tloha Ramesese ho ya fihla Sukote, e le banna ba ditaaso ba dikete tse makgolo a tsheletseng, ho sa balwe bana. Letshwelehadi la meraberabe la ya le bona, le mehlape e mengata haholo ya dinku, le ya dikgomo. Hlama eo ba tlileng le yona Egepeta ba e pheha, ba etsa dikuku tse sa lomoswang, hobane e ne sa ka ya lomoswa. Kaha ba ne ba tswile Egepeta ka ntshwe-di-sa-fohlwa, mme ba ne ba ke ke ba dieha, ba sitwa le ho iphehela mofao. Nako eo bana ba Iseraele ba ileng ba aha Egepeta ka yona e bile dilemo tse makgolo a mane le mashome a mararo. Kamora dilemo tse makgolo a mane le mashome a mararo, ka lona letsatsi leo, mabotho wohle a Morena a tswa naheng ya Egepeta. Ya eba bosiu ba ho lebella Morena ha a ne a tla ba ntsha naheng ya Egepeta; kahoo bosiu bona boo e tla ba bosiu ba ho lebella Morena setjhabeng sohle sa Iseraele, le melokong yohle ya sona. Morena a re ho Moshe le ho Arone: “Ditaelo tsa Paseka ke tsena: “Ho se be moditjhaba ya tla e ja. Empa lekgoba le rekilweng ka tjhelete le ka e ja, ha feela le boloditswe. Moditjhaba le mohlanka ya hirilweng ba ke ke ba e ja. “E tla jelwa ka tlung e le nngwe, nama ya yona le se ke la e ntshetsa kantle ho ntlo, mme le se ke la roba masapo a yona. Setjhaba sohle sa Iseraele se tla etsa mokete ona. “Ha le ahisane le moditjhaba, mme a rata ho etsetsa Morena Paseka, eka kgona ba batona bohle ba lelapa la hae ba bolotswe, e be hona ba ka tlang ho keteka le lona, mme ba tla tshwana le matswallwa a naha eo. Empa maqai a ke ke a e ja. Molao o tla ba mong ho letswallwa la naha le ho moditjhaba ya jakileng hara lona.” Bana bohle ba Iseraele ba etsa jwalokaha Morena a ne a laetse Moshe le Arone. Ka lona letsatsi leo Morena a ntsha bana ba Iseraele naheng ya Egepeta ka mabotho a bona. Morena a bua ho Moshe, a re: “Nkgethele matsibolo wohle. Letsibolo le leng le le leng hara bara ba Iseraele, la motho le la phoofolo, ke la ka.” Moshe a re ho setjhaba: “Hopolang letsatsi lena, leo ka lona le tswileng Egepeta, moo le neng le le makgoba teng, hobane Morena o le ntshitse teng ka letsoho la hae le matla. Le se ke la ja bohobe bo lomositsweng. Kajeno lena, ka kgwedi ya Mmesa, le a tsamaya. Ha Morena a le fihlisa naheng ya Bakanana, le ya Bahete, le ya Baamore, le ya Bahife, le ya Bajebuse, eo a ileng a e hlapanyetsa bo-ntata lona, hore o tla le nea yona, e leng naha e phallang lebese le mahe a dinotshi, le tle le etse tshebeletso ena, ka kgwedi ena. Ka matsatsi a supileng le je bohobe bo sa lomoswang, mme ka letsatsi la bosupa e be mokete wa Morena. Ka matsatsi a supileng le je bohobe bo sa lomoswang; bohobe bo lomositsweng bo se ke ba bonwa mahalona; le ditomoso di se ke tsa bonwa naheng ya lona. Ka letsatsi lena o tla bolella mora wa hao, o re: Ke etsa hona ka baka la seo Morena a ileng a nketsetsa sona, mohla ke tswang Egepeta. Tshebeletso ena e tla ba kgopotso, jwalokaha eka ke letshwao le entsweng letsohong la hao, kapa phatleng ya hao, hore o nne o bolele Molao wa Morena wa hao, hobane Morena o o ntshitse Egepeta ka letsoho la hae le matla. O tla boloka taelo ena ka nako ya teng, ka selemo se seng le se seng. “E tle ere ha Morena a se a o fihlisitse naheng ya Kanana jwalokaha a ile a o hlapanyetsa, wena le bo-ntatao, hore o tla o nea yona, o tle o kgethele Morena matsibolo wohle a batho, le matsibolo a diphoofolo tsohle tsa hao. Tsohle tse tona ke tsa Morena. Matsibolo wohle a ditonki o tla a lopolla ka konyana, mme ha o sa a lopolle, o a sothe melala. Matsibolo wohle a ba batona a bana ba hao o a lopolle. “Ka nako e tlang, ha mora wa hao a o botsa, a re: Hoo ke eng? wena o tle o re ho yena: Ka letsoho la hae le matla, Morena o re ntshitse Egepeta, moo re neng re le makgoba teng. E ile yare ha Faro a ngangella, a hana ho re lokolla, Morena a bolaya matsibolo wohle naheng ya Egepeta, ho qala ka matsibolo a batho, ho isa ho matsibolo a diphoofolo. Ke ka lebaka lena ke etsetsang Morena sehlabelo ka letsibolo le leng le le leng le letona, empa matsibolo a matona, a bara ba ka, ke a a lopolla. Tshebeletso ena e tla ba kgopotso, jwalokaha eka ke letshwao le entsweng letsohong la hao, kapa phatleng ya hao; e re hopotsa hore Morena o ne a re ntshe Egepeta ka letsoho la hae le matla.” Ha Faro a se a lokolotse setjhaba, Modimo ha a a ka a se tsamaisa ka tsela ya Filesitia, leha e ne e le haufi, hobane Modimo o ne a re: “Mohlomong setjhaba se ka tshoha se kweneha ha se bona ntwa, mme sa kgutlela Egepeta.” Empa Modimo a tsamaisa setjhaba seo ka tsela e potang lehwatateng, e lebang Lewatleng la Lehlaka. Bana ba Iseraele ba nyoloha naheng ya Egepeta ba hlometse. Moshe a nka masapo a Josefa, hobane Josefa o ne a ile a hlapantsha bana ba Iseraele, a re: “Ruri Modimo o tla le etela; le tle le nyolohe le masapo a ka ha le tloha mona.” Ba tsamaya ho tloha Sukote, mme ba fihla ba hloma Ethame, meeding ya lehwatata. Motsheare Morena o ne a ba eteletse pele ka leru le lopaletseng, ho ba bontsha tsela; bosiu ka kganare ya mollo, ho ba bonesetsa, hore ba tsebe ho tsamaya bosiu le motsheare. Leru le lopaletseng le nnile la ba kapele ho setjhaba motsheare, le kganare ya mollo kapele ho sona bosiu. Morena a bua ho Moshe, a re: “Bolella bana ba Iseraele ba kgutlele morao, ba yo hloma kapele ho Pi-Hahirote, pakeng tsa Migedole le Lewatle, kapele ho Baale-Sefone, ba hlome ditente lebopong la Lewatle. Faro o tla re: Bana ba Iseraele ba ntse ba lelera hara naha; lehwatata le ba thibetse. Ke tla thatafatsa pelo ya Faro, mme o tla le phaladisa. Ke tla itlotlisa ka Faro le ka lebotho la hae kaofela. Baegepeta ba tla tseba hore ke nna Morena.” Yaba Baiseraele ba etsa jwalo. Ha kgosi ya Egepeta e tsebiswa hore Baiseraele ba balehile, Faro le bahlanka ba hae ba fetohela setjhaba seo, ba re: “Re ne re etsang ha re lokolla Baiseraele ba neng ba re sebeletsa?” Faro a hlopha dikariki tsa hae tsa ntwa, mme a nka le setjhaba sa hae. A nka dikariki tsa ntwa tse makgolo a tsheletseng, tse kgethilweng, le dikariki tsohle tsa Egepeta, le balaodi ba di laolang. Morena a nna a thatafatsa pelo ya Faro, kgosi ya Egepeta, mme a phaladisa bana ba Iseraele, ba neng ba tsamaya ba le motlotlo. Baegepeta ba ba phaladisa ka dipere le ka dikariki tsa ntwa tsa Faro, le ka bapalami ba hae, le ka lebotho lohle la hae, mme ba fihla ho bona moo ba neng ba hlomile lebopong la Lewatle, haufi le Pi-Hahirote, kapele ho Baale-Sefone. Ha Faro a ntse a atamela, bana ba Iseraele ha ba re mahlo tloha! ba bona Baegepeta ba ba phalletse. Bana ba Iseraele ba tshoha haholo, mme ba ipiletsa ho Morena. Yaba ba re ho Moshe: “Na ho ne ho se mabitla Egepeta, ha o re tlisitse ho tla shwela lehwatateng moo? Keng ntho ee eo o e entseng ho rona, ha o re ntshitse Egepeta? Na ha re a ka ra o bolella pele re tloha Egepeta, ra re: Re hlokomolohe, o re tlohelle re sebeletse Baegepeta? Ho molemo ho rona ho sebeletsa Baegepeta, ho ena le hore re tlo shwela lehwatateng mona!” Yaba Moshe o re ho setjhaba: “Se tshabeng; emang le tiile, le tle le bone pholoho eo Morena a tla le etsetsa yona kajeno, hobane jwalokaha le bona Baegepeta kajeno, ha le sa tla hlola le ba bona le ka mohla, ho isa kgale. Morena o tla le lwanela, lona le ntse le itholetse!” Morena a re ho Moshe: “Ke hobaneng o ntseng o ipiletsa ho nna? Bolella bana ba Iseraele hore ba tsamaye. Wena phahamisa molamu wa hao, o otlollele letsoho la hao hodima lewatle, mme o le arole koto tse pedi, bana ba Iseraele ba tle ba tsamaye hara lewatle, mobung o ommeng. Bona, ke tla thatafatsa dipelo tsa Baegepeta, mme ba tla ba sala morao. Ke tla itlotlisa ka Faro, le ka mabotho a hae, le ka dikariki tsa hae tsa ntwa, le ka bapalami ba hae. Baegepeta ba tla tseba hore ke nna Morena, ha ke itlotlisa ka Faro, le ka dikariki tsa hae tsa ntwa, le ka bapalami ba hae.” Lengeloi la Modimo, le neng le tsamaya kapele ho mabotho a bana ba Iseraele, la tjhetjha, la ema kamorao ho bona. Le leru le lopaletseng la tloha kapele ho bona, la ema kamorao ho bona. pakeng tsa diahelo tsa Baegepeta le diahelo tsa Baiseraele. Leru la etsetsa Baegepeta lefifi, empa bana ba Iseraele la ba etsetsa lesedi; kahoo mabotho a sitwa ho atamelana bosiu bohle. Yaba Moshe o otlollela letsoho la hae hodima lewatle, Morena a tlosa metsi a lewatle ka moya o matla wa botjhabela, bosiu bohle; a fetola lewatle mobu o ommeng, mme metsi a arohana. Bana ba Iseraele ba kena hara lewatle, mobung o ommeng, metsi a ba etsetsa lerako ka letsohong le letona, le ka letsohong le letshehadi. Baegepeta ba ba phaladisa, ba ba sala morao ho ya fihla hara lewatle, ka dipere tsohle tsa Faro, le ka dikariki tsa hae tsa ntwa, le ka bapalami ba hae. E sa le ka madungwadungwana, Morena a le kahara leru le lopaletseng, le kahara kganare ya mollo, a tadima mabotho a Baegepeta, mme a a ferekanya. A kgina mabidi a dikariki tsa bona tsa ntwa, mme dikariki tsa ntwa tsa tsamaya haboima. Baegepeta ba re: “A re baleheng Baiseraele, hobane Morena o a ba lwanela!” Morena a re ho Moshe: “Otlollela letsoho la hao hodima lewatle, o etse hore metsi a kwahele Baegepeta, le dikariki tsa bona tsa ntwa, le bapalami ba bona.” Yaba Moshe o otlollela letsoho la hae hodima lewatle, mme ha bosiu bo esa lewatle la kgutlela tulong tsa lona. Baegepeta ba leka ho baleha metsi ana, empa Morena a ba lahlela hara lewatle. Jwale metsi a kgutla, a kwahela dikariki tsa ntwa le bapalami, mmoho le mabotho wohle a Faro a neng a ba setse morao ho ya fihla lewatleng, empa ha ho le ya mong wa bona ya ileng a phonyoha. Bana ba Iseraele ba ne ba ile ba tsamaya mobung o ommeng kahara lewatle, metsi a ba etseditse lerako ka letsohong le letona, le ka letsohong le letshehadi. Ka lona letsatsi leo Morena a namolela Baiseraele matsohong a Baegepeta. Baiseraele ba bona ditopo tsa Baegepeta di karaletse lebopong la lewatle. Baiseraele ba bona letsoho le matla la Morena, le ileng la hlola Baegepeta. Setjhaba sa tshaba Morena, mme sa dumela ho Morena, le ho Moshe, mohlanka wa hae. Yaba Moshe le bana ba Iseraele ba binela Morena sefela sena, ba re: “Ke tla binela Morena, hobane ruri o itlotlisitse ka tlholo; o lahletse pere le mopalami wa yona ka lewatleng. Morena ke matla a ka, le thoko ya ka; ke yena ya mpholositseng, ke Modimo wa ka, mme ke tla mo rorisa, ke Modimo wa ntate, mme ke tla mo tlotlisa. Morena ke mohlabani, lebitso la hae ke Morena. O dihetse dikariki tsa Faro, le mabotho a hae ka lewatleng, mokgetho wa balaodi ba hae wa teba Lewatleng la Lehlaka. Bodiba bo ba pupeditse, ba theohetse tlasetlase jwaloka lejwe. “Morena, tsoho la hao le letona le tlotlisitswe ka matla, Morena, tsoho la hao le letona le thuankantse sera. Ka boholo ba botlotlehi ba hao, o diha ba o tsohelang matla; kgalefo ya hao ha e tuka e ba tjhesa jwaloka mmoko. Ka moya o tswang nkong tsa hao metsi a bokellana, metsi a phallang a ema jwaloka lerako, madiba a tuduana botebong ba lewatle. “Sera se ile sa re: Ke tla ba phaladisa, ke ba tshware; ke arole kgapo, ke kgotsofale. Ke tla hula sabole ya ka, ka tsoho la ka ke ba timetse. O ile wa fokisa moya wa hao, lewatle la ba kwahela, ba teba jwaloka loto metsing a tshabehang. “Morena, ke mang ya kang wena hara medimo? Ke mang ya kang wena, ya tlotlehang ka kgalalelo? Ya tshabehang ka botumo? Ya etsang mehlolo? O ile wa otlolla letsoho la hao le letona, yaba lefatshe le a ba metsa. “Ka mohau wa hao wa tsamaisa setjhaba, setjhaba seo o se lopolotseng, ka matla a hao wa se isa diahelong, diahelong tsa hao tse halalelang. Ditjhaba tsa utlwa, mme tsa thothomela, baahi ba Filesitia ba tshwarwa ke tshabo. Marena a Edomo a ile a ferekana, mahosana a Moabe a otlanya mangwele, baahi bohle ba Kanana ba nyamela. Tshabo le thothomelo tsa ba wela hodimo, ka matla a tsoho la hao ba kgutsitse jwaloka majwe, ho fihlela tjhaba sa hao se feta, tjaba sa hao Morena, ho fihlela tjhaba seo se feta, seo o iphumanetseng sona. O ba fihlisitse, mme wa ba ahisa thabeng ya hao, sebakeng seo o se entseng leaho la hao, Morena, Sehalalelong se entsweng ka matsoho a hao, Morena. Morena o tla busa kamehla le mehla!” Dipere tsa Faro, le dikariki tsa hae tsa ntwa, le bapalami ba hae, ba ile ba kena lewatleng, mme Morena a kgutlisetsa metsi a lewatle hodima bona, empa bana ba Iseraele bona ba tsamaya hara lewatle, mobung o ommeng. Yaba Meriama wa moporofeta, kgaitsedi ya Arone, o nka moropa ka letsoho la hae; basadi bohle ba tswa, ba mo sala morao, ba nkile meropa, mme ba etsa motjeko. Meriama a phokola sefela, a re: “Binelang Morena, hobane ruri o itlotlisitse, o itlotlisitse ka tlholo, o lahletse pere le mopalami wa yona ka lewatleng.” Jwale Moshe a tlosa Baiseraele Lewatleng la Lehlaka, ba ya lehwatateng la Shure. Ba tsamaya lehwatateng ka matsatsi a mararo, empa ba se ke ba fumana metsi. Ba fihla Mara, empa ba sitwa ho nwa metsi a Mara, hobane a ne a baba. Ke ka lebaka lena sebaka seo se reilweng lebitso la Mara. Setjhaba sa korotlela Moshe, sa re: “Re tla nwa eng?” Yaba Moshe o ipiletsa ho Morena, mme Morena a mmontsha sefate. Moshe a nka lekala la sona a le lahlela ka metsing, mme metsi a eba monate. Morena a ba beela molao le taelo, a ba a ba leka hona moo, mme a re: “Haeba le hlile le mamela lentswe la Morena Modimo wa lona, mme le etsa ho lokileng mahlong a hae; le sekehela ditaelo tsa hae tsebe, le boloka melao yohle ya hae, nke ke ka le otla ka mafu wohle ao ke ileng ka otla Baegepeta ka wona, hobane ke nna Morena, Mofodisi wa hao.” Jwale ba fihla Elime, moo ho neng ho ena le didiba tse leshome le metso e mmedi, le difate tse mashome a supileng tsa dipalema, mme ba hloma ditente tsa bona pela metsi. Setjhaba sohle sa bana ba Iseraele sa tloha Elime, sa ya fihla lehwatateng la Sine, pakeng tsa Elime le Sinai. E ne e le letsatsi la leshome le metso e mehlano, la kgwedi ya bodedi ya ho tloha ha bona naheng ya Egepeta. Setjhaba sohle sa bana ba Iseraele sa korotlela Moshe le Arone lehwatateng. Bana ba Iseraele ba re ho bona: “Hoja Morena o hlile a re bolaela naheng ya Egepeta, moo re neng re ituletse pela dipitsa tsa nama, moo re neng re itjella bohobe, re kgora, hobane jwale le re tlisitse lehwatateng lena, hore setjhaba sena sohle se tlo shwela mona ke tlala.” Yaba Morena o re ho Moshe: “Bona, ke tla le nesetsa dijo tse tswang lehodimong. Setjhaba se tla tswa, se yo thonaka ho lekaneng letsatsi ka leng, e le hore ke tle ke se leke, ke bone hore na se tla tsamaya ka Molao wa ka kapa tjhe. Ka letsatsi la botshelela se tla bokella, mme se bokelle ho lekaneng matsatsi a mabedi.” Moshe le Arone ba re ho bana bohle ba Iseraele: “Mantsiboyeng wona ana, le tla tseba hore Morena ke yena ya le ntshitseng naheng ya Egepeta. Hoseng le tla bona tlotla ya Morena, hobane o utlwile kamoo le mo korotlelang kateng. Jwale rona re bo-mang, hoo le ka re korotlelang?” Moshe a re: “Ke Morena ya tla le fa nama mantsiboya, hore le je; le bohobe hoseng, hore le kgore, hobane o utlwile kamoo le mo korotlelang kateng. Rona re bo-mang? Ha le korotlele rona, le korotlela Morena.” Jwale Moshe a re ho Arone: “Ere ho setjhaba sohle sa bana ba Iseraele: Tloong kapele ho Morena, hobane o utlwile ho korotla ha lona. ” Yare ha Arone a ntse a bua le setjhaba sohle sa bana ba Iseraele, sa tadima lehwatateng, mme sa bona tlotla ya Morena e iponahatsa lerung. Yaba Morena o bua ho Moshe, o re: “Ke utlwile ho korotla ha bana ba Iseraele; bua le bona, o re: Mantsiboya le tla ja nama, hoseng le tla ja bohobe, le kgore. Ka hona le tla tseba hore ke nna Morena Modimo wa lona. ” Mantsiboya ha nyoloha dikwekwe, tsa fihla tsa hwaramana diahelong tsa bona. Hoseng ha tsoha ho letse phoka diahelong tsa bona. Ha phoka ena e ntse e nyamela, hodima lehwatata ha bonahala ho hong ho honyenyane, ho kang mahehefa, ho honyenyane jwaloka serame se letseng. Bana ba Iseraele ba bona hona, mme ba botsana, ba re: “Hoo keng?” Ke hobane ba ne ba sa tsebe hore na ke eng. Yaba Moshe o re ho bona: “Hono ke bohobe boo Morena a le fileng bona, hore le je. Sena ke seo Morena a se laetseng: Motho ka mong a ipokellele ho lekaneng hore a je. Tekanyo ya motho ka mong ke dilethara tse pedi, ho latela palo ya batho; motho ka mong a nkele ba ka tenteng ya hae. ” Bana ba Iseraele ba etsa jwalo. Ba thonaka, e mong a bokella haholo, e mong hanyenyane. Ha ba etsa tekanyo ka dilethara tse pedi, ya neng a bokeletse haholo a se ke a sallwa ke letho; le ya neng a bokeletse hanyenyane a se ke a haellwa ke letho; e mong le e mong o ne a bokeletse ho lekaneng hore a je. Moshe a re ho bona: “Ho se be ya bolokelang letsatsi la hosasane!” Empa ha ba a ka ba mamela Moshe; ba bang ba di bolokela letsatsi la hosasane, yaba di nyeunya diboko, di a nkga. Moshe a ba halefela. Hosasa ho hong le ho hong ba bokella; e mong le e mong a bokella ho lekaneng hore a je, empa ha letsatsi le tjhesa di ne di ye di qhibidihe. Ka letsatsi la botshelela ba bokella bohobe ba matsatsi a mabedi, motho ka mong dilethara tse nne. Baokamedi bohle ba setjhaba ba tla, ba tsebisa Moshe. Moshe a re ho bona: “Sena ke seo Morena a se boletseng: Hosasane ke letsatsi la phomolo; ke letsatsi la phomolo la Sabatha sa Morena. Seo le se besang le se bese, seo le se apehang le se apehe; sohle se salang le se bolokele la hosasane. ” Yaba ba di bolokela la hosasane, jwalokaha Moshe a ne a ba laetse, mme tsa se ke tsa nkga, le diboko tsa se ke tsa eba teng ho tsona. Moshe a re: “Di jeng kajeno, hobane kajeno ke Sabatha sa Morena. Kajeno ha ho letho leo le ka le fumanang naheng. Le tla di bokella ka matsatsi a tsheletseng, empa ka letsatsi la bosupa, leo e leng la Sabatha, ha ho letho le tla ba teng.” Ka letsatsi la bosupa batho ba bang ba tswa ho ya ithonakela, empa ba se ke ba fumana letho. Yaba Morena o re ho Moshe: “Ke ho fihlela neng le tla hana ho boloka ditaelo tsa ka, le melao ya ka? Bonang, Morena o le neile Sabatha; ka baka lena, ka letsatsi la botshelela o tla le nea dijo tse lekaneng matsatsi a mabedi. Bohle ba dule moo ba leng teng. Ho se be motho ya tla tloha ha hae ka letsatsi la bosupa.” Setjhaba sa phomola ka letsatsi la bosupa. Yaba setjhaba sa Iseraele se rea dijo tseo lebitso la manna, kaha di ne di tshwana le peo e tshweunyana, mme di latsweha jwaloka dikuku tse entsweng ka mahe a dinotshi. Jwale Moshe a re: “Seo Morena a se laetseng ke sena: Tlatsang dilethara tse pedi ka manna, le a bolokele ditloholo tsa lona, e le hore di tle di bone bohobe boo ke ileng ka le fepa ka bona lehwatateng, hoba ke le ntshe naheng ya Egepeta. ” Yaba Moshe o re ho Arone: “Nka nkgo e le nngwe, o tshele manna a etsang dilethara tse pedi ka ho yona, o e bee kapele ho Morena, e tle e bolokelwe ditloholo tsa lona.” Arone a etsa jwalokaha Morena a ne a laetse Moshe, a bea nkgo pela matlapa a ngotsweng Molao, hore e bolokwe. Ka dilemo tse mashome a mane bana ba Iseraele ba nna ba ja manna, ho fihlela ba fihla naheng e nang le baahi; ba ja manna ho fihlela ba fihla meeding ya naha ya Kanana. Dilethara tse pedi e ka ba karolo e le nngwe ya tse leshome tsa moritshwana oo ho neng ho lekannywa ka wona. Setjhaba sohle sa bana ba Iseraele sa tsamaya ho tloha lehwatateng la Sine; sa nna sa tsamaya, ho ya ka taelo ya Morena, ho fihlela se hloma Refidime. Setjhaba sa hloka metsi ao se a nwang. Yaba setjhaba se ipelaetsa ho Moshe, se re: “Re fe metsi, re nwe!” Moshe a re ho sona: “Ke hobaneng ha le ipelaetsa? Le lekelang Morena?” Setjhaba sa nyorelwa metsi haholo, mme sa nna sa korotlela Moshe, sa re: “Ke hobaneng ha o re ntshitse Egepeta, ho tla re bolaya ka lenyora, rona le bana ba rona, le diphoofolo tsa rona?” Moshe a ipiletsa ho Morena, a re: “Setjhaba see ke tla se etsa jwang? Ho se ho se hokae se ntlepetsa ka majwe!” Yaba Morena o re ho Moshe: “Nka ba bang ba baholo ba setjhaba sa Iseraele, o ye kapele ho sona; ka letsohong la hao o nke molamu wa hao, oo o neng o otle metsi a noka ka wona, o tsamaye. Bona, ke tla ema pela hao mane lefikeng la Horebe. O tle o otle lefika leo. Metsi a tla tswa ho lona, mme setjhaba se tla nwa.” Moshe a etsa jwalo moo baholo ba setjhaba sa Iseraele ba ntseng ba bona. Sebaka seo sa rewa lebitso la Masa le Meriba, ka baka la ho ipelaetsa ha bana ba Iseraele, le ka baka la hobane ba ne ba leka Morena, ha ba re: “Na Morena o teng hara rona, kapa tjhe?” Baamaleke ba fihla, ba lwantsha bana ba Iseraele mane Refidime. Moshe a re ho Joshua: “Re kgethele banna, o tsamaye, o yo lwantsha Baamaleke. Hosasane nna ke tla ema hodima tlhoro ya leralla, ke tshwere molamu wa Modimo ka letsohong la ka.” Joshua a etsa jwalokaha Moshe a mo laetse, a ya lwantsha Baamaleke; Moshe, le Arone, le Hure ba hlwella hodima tlhoro ya leralla. Ha Moshe a ntse a phahamisitse matsoho a hae, Baiseraele ba ne ba hlola, empa ha a phomotsa matsoho a hae, Baamaleke ba ne ba hlola. Jwale matsoho a Moshe a kgathala. Ba nka lejwe, ba le bea katlasa Moshe, mme a dula hodima lona. Arone le Hure ba tshehetsa matsoho a hae, e mong ka lehlakoreng lena, e mong ka ho lane; jwale matsoho a hae a tiya ho fihlela letsatsi le dikela. Joshua a hlola Baamaleke, a ba bolaya ka sabole. Yaba Morena o re ho Moshe: “Ngola ditaba tsena bukeng, e tle e be kgopotso. O be o phetele Joshua hore ke tla fedisa Baamaleke lefatsheng, hoo ba ke keng ba hlola ba hopolwa le kgale.” Moshe a haha aletare, a e rea lebitso la “Morena ke mokgele wa ka”; yaba o re: “Phahamisang mokgele wa Morena. Morena o tla nne a lwantshe Baamaleke kamehla yohle.” Jethero, moprista wa Midiane, mohwe wa Moshe, a utlwa tsohle tseo Modimo a di etseditseng Moshe, le Iseraele setjhaba sa hae, le hore Morena o ntshitse Iseraele Egepeta. Jwale Jethero, mohwe wa Moshe, o ne a ile a tlisa Sefora, mosadi wa Moshe, eo Moshe a neng a ile a mo kgutlisetsa ha habo, le bara ba hae ba babedi. Lebitso la e mong wa bona e ne e le Gereshome, hobane Moshe o ne a re: “Ke bile mojaki naheng ya baditjhaba.” Lebitso la mora e mong wa hae e ne e le Eleesare, hobane Moshe o ne a re: “Modimo wa bontate o ile a nthusa, mme o ile a nnamolela ha Faro a ne a mpolaya ka sabole.” Ha Moshe a le lehwatateng, thabeng ya Modimo, moo a neng a hlomile teng, mohwe wa hae Jethero, a fihla moo a ena le bara ba Moshe, le mosadi wa Moshe. Yaba o tsebisa Moshe o re: “Nna Jethero, mohwe wa hao, ke tlile ho wena, ke ena le mosadi wa hao, le bara ba hao ba babedi bao a nang le bona.” Jwale Moshe a tswa ho ya kgahlanyetsa mohwe wa hae; a itihela kapele ho yena, a mo aka. Ba botsana bophelo, ba nto kena ka tenteng. Moshe a phetela mohwe wa hae tsohle tseo Modimo a di entseng ho Faro le ho Baegepeta ka lebaka la Baiseraele; le ditsietsi tsohle tseo ba di fumaneng tseleng, le kamoo Modimo a ba lopolotseng kateng. Jethero a nyakalla ka baka la tsohle tseo Morena a di etseditseng Baiseraele bao a ba lopolotseng matsohong a Baegepeta. Yaba Jethero o re: “Ho bokwe Morena ya le namoletseng matsohong a Baegepeta, le matsohong a Faro; ya namoletseng tjhaba sa hae matsohong a Baegepeta. Jwale ke a tseba hore Morena o moholo ho feta medimo yohle, hobane ruri o lopolotse setjhaba sa hae ho ba neng ba ikgantshetsa sona.” Jwale Jethero, mohwe wa Moshe, a nyehella Modimo ka sehlabelo sa setjheso, le ka mahlabelo a mang. Arone, le baholo bohle ba Baiseraele, ba tla ho ja dijo le mohwe wa Moshe, kapele ho Modimo. Ka letsatsi la hosasane Moshe a dula kgotla ho ahlola batho. Setjhaba sa ema kapele ho Moshe ho tloha hoseng, ho fihlela mantsiboya. Mohwe wa Moshe a bona tsohle tseo Moshe a neng a di etsetsa setjhaba, mme a re: “Keng ee, eo o e etsetsang setjhaba? Ke ka baka lang ha o ahlola o le mong, mme setjhaba sohle se eme kapele ho wena ho wena ho tloha hoseng, ho fihlela mantsiboya?” Yaba Moshe o re ho mohwe wa hae: “Ke hobane batho ba tla ho nna ho tla tseba thato ya Modimo. Ha ba ena le dinyewe, ba tla ho nna, mme ke ahlolele motho le ngoanabo, ke ba rute ditaelo tsa Modimo le melao ya hae.” Yaba mohwe wa Moshe o re ho yena: “Ntho ena eo o e etsang ha e ntle. Ruri o tla kgathala, wena le setjhaba sena seo o nang le sona. Mosebetsi ona o o imela haholo, mme o sitwa ho o etsa o le mong. Jwale ako mamele lentswe la ka; ke tla o eletsa, mme Modimo a ke a be le wena! E be wena ya bang lebitsong la setjhaba kapele ho Modimo, ditaba tsa bona o di tlise kapele ho Modimo. Wena o ba rute ditaelo le melao, mme o ba tsebise tsela eo ba tshwanetseng ho tsamaya ka yona, le seo ba tshwanetseng ho se etsa. Hara setjhaba sohle o kgethe banna ba bohlale, ba tshabang Modimo, banna ba nnete, ba hloileng tjotjo; o ba etse babusi ba busang batho ka dikete, ba busang batho ka makgolo, ba busang batho ka mashome a mahlano, ba busang batho ka mashome. O ba etse baahlodi ba setjhaba ka dinako tsohle. Dinyewe tsohle tse kgolo ba di tlise ho wena, empa dinyewe tsohle tse nyenyane ba di ahlole. Iphokoletse mosebetsi jwalo, mme ba o imolle. Haeba o ka etsa taba ena, jwalokaha Modimo a o laela, o tla tseba ho tiisetsa mosebetsing, le setjhaba sena sohle se tla kgutlela malapeng a sona ka kgotso.” Moshe a mamela lentswe la mohwe wa hae, mme a etsa sohle seo a se boletseng. Moshe a kgetha banna ba bohlale hara Baiseraele bohle, a ba etsa dihlooho tsa setjhaba: ya eba babusi ba batho ba dikete, babusi ba batho ba makgolo, babusi ba batho ba mashome a mahlano, le babusi ba batho ba mashome. Ba ahlolela batho ka dinako tsohle. Dinyewe tse boima ba di isa ho Moshe, empa dinyewe tsohle tse nyenyane ba di ahlola ka bobona. Jwale Moshe a lakaletsa mohwe wa hae tsela tshweu, mme eo a ipoella naheng ya habo. Ka kgwedi ya boraro bana ba Iseraele ba tswile naheng ya Egepeta, ka lona letsatsi leo ba fihla lehwatateng la Sinai. Ha ba tloha Refidime ba fihla lehwatateng la Sinai, mme ba hloma moo lehwatateng. Baiseraele ba hloma kapele ho thaba. Yaba Moshe o nyolohela ho Modimo, mme Morena a mmitsa a le thabeng, a re: “O tle o bue tjena ho ba ntlo ya Jakobo, mme o bolelle bana ba Iseraele, o re: Le bone tseo ke di entseng Egepeta, le kamoo ke ileng ka le pepa kateng ka mapheo a ntsu, ka le tlisa ho nna. Ha feela le ka mamedisa lentswe la ka, mme la boloka selekane sa ka, le tla ba setjhaba sa ka se kgethehileng hara ditjhaba tsohle, hobane lefatshe lohle ke la ka. Le tla ba baprista ba Morena, le be setjhaba se halalelang. Ana ke wona mantswe ao o tshwanetseng ho a bua ho bana ba Iseraele.” Moshe a theoha, a bitsa baholo ba setjhaba, a ba bolella mantswe ana wohle ao Morena a mo laetseng wona. Setjhaba sohle sa arabela hong, sa re: “Sohle seo Morena a se buileng re tla se phetha.” Moshe a ya bolella Morena mantswe wohle ao setjhaba se a buileng. Jwale Morena a re ho Moshe: “Bona, ke tla ho wena ke le kahara leru le letsho, e le hore batho ba tle ba nkutlwe ha ke bua le wena, mme ba tle ba o kgolwe kamehla.” Moshe a bolella Morena mantswe ao setjhaba se a buileng. Yaba Morena o re ho Moshe: “Eya ho setjhaba, o re se itlhwekise kajeno le hosasane; se hlatswe le diaparo tsa sona. Se itokisetse letsatsi la boraro, hobane ka letsatsi la boraro Morena o tla theohela hodima thaba ya Sinai, moo batho bohle ba tla mmona. O tle o beele setjhaba meedi e potapotang thaba, o re: Hlokomelang le se ke la nyolohela thabeng, kapa la thetsa mosiko wa yona; ruri ya tla thetsa thaba o tla bolawa. Ho se be motho ya mo amang ka letsoho: a tlepetswe ka majwe, kapa a hlajwe ka metsu, a shwe; leha e ka ba motho, kapa phoofolo, a se ke a phela. E tle ere ha ho letswa lenaka batho ba nyolohele thabeng. ” Yaba Moshe o theohela ho batho a etswa thabeng, a hlwekisa setjhaba, mme sa hlatswa diaparo tsa sona. Jwale Moshe a re ho sona: “Itokisetseng letsatsi la boraro, ho se be monna ya tla kena dikobong tsa mosadi.” Ka letsatsi la boraro, e sa le hoseng, ha eba teng diaduma le mahadima, le leru le letsho hodima thaba, le modumo o moholo wa lenaka; setjhaba sohle se diahelong sa thothomela. Yaba Moshe o se ntsha diahelong ho kgahlanyetsa Modimo; sa emisa tlasa thaba. Thaba ya Sinai ya foqoha mosi, mme wa e aparela kahohle, kaha Morena a ne a theohetse ho yona, a le kahara mollo. Mosi wa foqoha jwaloka mosi wa sebopi, mme thaba yohle ya reketla haholo. Ha modumo wa lenaka o eketseha, o utlwahala haholo, Moshe a bua, mme Modimo a mo arabela ka lentswe le kang letolo. Morena a theohela hodima thaba ya Sinai, tlhorong ya yona, a bitsetsa Moshe teng, yaba Moshe o a nyoloha. Yaba Morena o re ho Moshe: “Theoha, o hlokomedise setjhaba esere mohlomong sa phunyeletsa ho tla bona Morena, mme sa eshwa ka bongata. Baprista bohle ba tla atamela pela Morena ba ke ba itlhwekise, esere a ba otla.” Moshe a re ho Morena: “Batho ba sitwa ho tla pela thaba ya Sinai, hobane o ile wa re laya, wa re: Etsetsang thaba meedi, mme le e halaletse. ” Yaba Morena o re ho yena: “Tsamaya, o theohe, o nyolohe hape, o ena le Arone, mme baprista le setjhaba ba se ke ba phunyeletsa ho tla ho Morena, esere kgalefo ya hae ya ba tlokela.” Yaba Moshe o theohela ho setjhaba, o a se bolella. Yaba Modimo o bua mantswe ana wohle, o re: “Ke nna Morena Modimo wa hao, ya o ntshitseng naheng ya Egepeta, moo o neng o le lekgoba teng. “O se ke wa ba le medimo e meng kantle ho nna. “O se ke wa iketsetsa setshwantsho se betlilweng, leha e le setshwantsho sefe kapa sefe sa ntho e hodimo, lehodimong; kapa e tlase, lefatsheng; kapa e metsing, katlase ho lefatshe. O se ke wa di kgumamela, mme o se ke wa di sebeletsa, hobane nna Morena Modimo wa hao, ke Modimo ya boulelang, ya otlang bana ka baka la bokgopo ba bo-ntata bona, ho isa molokong wa boraro le wa bone, wa ba ntlhoileng. Empa ba nthatang, ba bolokang melao ya ka, ke ba hauhela ho isa melokong e sekete. “O se ke wa tlaela ka lebitso la Morena Modimo wa hao, hobane Morena a ke ke a tlohela ho otla ya tlaelang ka lebitso la hae. “Hlokomela letsatsi la Sabatha, o le halaletse. O ka sebetsa ka matsatsi a tsheletseng, mme wa etsa mosebetsi wa hao kaofela, empa letsatsi la bosupa ke Sabatha sa Morena Modimo wa hao. Ka letsatsi lena o se ke wa etsa mosebetsi ofe kapa ofe, wena, kapa mora wa hao, kapa moradi wa hao, kapa mohlanka wa hao, kapa lekgabunyane la hao, kapa diphoofolo tsa hao, kapa mojaki ya ha hao. Ka matsatsi a tsheletseng Morena o ile a etsa lehodimo, le lefatshe, le lewatle, le dintho tsohle tse ho tsona, mme a phomola ka letsatsi la bosupa; ka baka lena Morena o ile a hlohonolofatsa letsatsi la Sabatha, a le halaletsa. “Hlompha ntatao le mmao, e le hore o tle o phele halalele naheng eo Morena Modimo wa hao, a o neang yona. “O se ke wa bolaya. “O se ke wa feba. “O se ke wa utswa. “O se ke wa etseletsa motho e mong. “O se ke wa lakatsa hore ntlo ya motho e mong e be ya hao. O se ke wa lakatsa mosadi wa hae, kapa mohlanka wa hae, kapa lekgabunyane la hae, kapa pholo ya hae, kapa tonki ya hae, kapa ntho e nngwe le e nngwe eo e leng ya motho e mong.” Setjhaba sohle se ne se utlwa diaduma, le modumo wa lenaka; se bona mahadima le thaba e foqohang mosi, mme sa thothomela, sa emella hole. Yaba se re ho Moshe: “Wena bua le rona, mme re tla mamela. Modimo yena a se ke a mpa a bua le rona, esere ra shwa.” Yaba Moshe o re ho setjhaba: “Se tshabeng, hobane Modimo o tlile ho le leka, e le hore le tle le mo tshabe, le se ke la etsa sebe.” Setjhaba sa emella hole, mme Moshe a atamela lerung le letsho, moo Modimo a neng a le teng. Morena a re ho Moshe: “O tle o bue tjena ho bana ba Iseraele: Le bone hore ke buile le lona ke le mahodimong. Le se ke la ba le medimo e meng kantle ho nna; le se ke la iketsetsa medimo ya silefera, kapa medimo ya kgauta. “ O tla nketsetsa aletare e bopilweng ka mobu, mme hodima yona o etsetse mahlabelo a ditjheso, le mahlabelo a hao a teboho, e leng dinku tsa hao, le dikgomo tsa hao. Dibakeng tsohle tseo ke di kgethileng, hore a nkgumamelle ho tsona, ke tla tla ho uena, ke o hlohonolofatse. Ha o nketsetsa aletare ka majwe, o se ke wa e haha ka majwe a betlilweng, hobane ho a betla ke ho e silafatsa. O se ke wa hlwella aletareng ya ka ka mehato, e le hore bofeela ba hao bo se ke ba apohela ho yona. ” “Ena ke melao eo o tla e bea kapele ho Baiseraele: “Ha o reka lekgoba leo e leng Moheberu, le tla o sebeletsa ka dilemo tse tsheletseng, mme ka selemo sa bosupa le tla lokoloha le sa lefe letho. Haeba le ile la tla ho wena le le inotshi, le tla tloha le le inotshi; athe haeba le tlile le mosadi, mosadi eo wa lona o tla tsamaya le lona. Haeba monga lona a le nyadisitse, mme mosadi eo a le tswalla bara kapa baradi, mosadi eo le bana bao e tla ba ba monga lona, mme lona le tla itsamaela le le inotshi. “Empa haeba lekgoba le bolela, le re: Ke rata monga ka, le mosadi wa ka, le bana ba ka, mme ha ke rate ho lokoloha, monga lona o tla le isa moo ho rapelwang Modimo teng, mme a le atametse pela monyako, kapa pela kosene; jwale monga lona o tla le phunya tsebe ka elese, mme lekgoba lena le tla mo sebeletsa ho fihlela le eshwa. “Ha motho a rekisa moradi wa hae hore e be lekgoba, moradi eo a ke ke a lokoloha jwaloka lekgoba la monna. Haeba le sa kgahle monga lona, e leng yena ya ikgethetseng lona, o tla dumela hore le lopollwe, empa a ke ke a ba le matla a ho le rekisa ho baditjhaba, hobane o le thetsitse. Ha a le nyadisa mora wa hae o tla le etsetsa moetlo o etsetswang barwetsana. Haeba a nyala mosadi e mong, a se ke a le sekisetsa ka dijo, kapa ka diaparo, kapa ka ditokelo tsa lona tsa lenyalo. Ha a sa le etsetse letho la tsena tse tharo, le tla itsamaela feela, le sa lefa tjhelete.” “Ya otlang motho, mme motho eo a eshwa, ruri o tla bolawa. Ha a ne a sa mo lalla, a mpa a mmolaile e se ka morero, ke tla o kgethela moo a tla balehela teng. Empa ha e mong a tsohela motho e mong matla ka boomo, mme a mmolaya ka bolotsana, leha a ka balehela aletareng ya ka, o tla mo tlosa, a yo bolawa. “Ya otlang ntatae kapa mmae, ruri o tla bolawa. “Motho ya utswang motho e mong, ebang o a mo rekisa; kapa o fumanwa a sa le matsohong a hae, ruri eo o tla bolawa. “Ya rohakang ntatae kapa mmae, ruri o tla bolawa.” “Ha banna ba phehisana kgang, mme e mong a otla e mong ka lejwe kapa ka setebele, eba eo ha a shwe, o robala diphateng tsa hae feela; haeba a ka tsoha, mme a tsamaya kantle, a ikokotlela ka molamu wa hae, ya mo otlileng a ke ke a fumanwa a le molato, feela o tla lefella nako eo a e dutseng a sa etse letho, a be a mo oke ho fihlela a fola. “Haeba motho a otla lekgoba la monna, kapa la mosadi ka molamu, mme le shwela matsohong a hae, ruri lekgoba leo le tla phetetswa. Empa ha le ka phela letsatsi kapa a mabedi, le ke ke la phetetswa, hobane lekgoba leo ke tjhelete ya hae. “Haeba banna ba lwana, mme ba thula mosadi wa moimana, eba mosadi eo o a senyehelwa, feela a sa tswe kotsi, ba mo thutseng ba tla lefiswa ke baahlodi ho ya kamoo monna wa mosadi eo a ka bolelang kateng. Empa haeba ho hlaha kotsi, ho tla lefeletswa bophelo ka bophelo; leihlo ka leihlo, leino ka leino, letsoho ka letsoho, leoto ka leoto; ho tjheswa ka ho tjheswa, leqeba ka leqeba, moupa ka moupa. “Haeba motho a otla lekgoba la hae la monna kapa la mosadi, leihlong, mme a qhinyetsa leihlo leo, o tshwanetse ho lokolla lekgoba, e le tefo bakeng sa leihlo la lona. Haeba motho a kgorola leino la lekgoba la hae la monna, kapa leino la lekgoba la hae la mosadi, o tla lokolla lekgoba leo, e le tefo bakeng sa leino la lona.” “Haeba pholo e hlaba monna kapa mosadi, mme eba o a shwa, ruri pholo eo e tla tlepetswa ka majwe; nama ya yona e ke ke ya jewa, mme monga yona ha a na molato. Empa ha pholo eo e tlwaetse ho hlaba batho, mme monga yona a se a nnile a hlokomediswa, feela a sa e dise, jwale e hlaba monna kapa mosadi, e mmolaya, pholo eo e tla tlepetswa ka majwe, mme le monga yona o tla bolawa. Haeba a lefiswa ho pholosa bophelo ba hae, a lefe tjhelete yohle eo ho thweng a e lefe. Haeba pholo ena e hlaba moshanyana, kapa e hlaba ngwanana, ho tla latelwa kahlolo ena. Haeba pholo ena e hlaba lekgoba la monna kapa e hlaba lekgoba la mosadi, monga yona o tla lefa monga lekgoba silefera e etsang boima ba dikeramo tse makgolo a mararo le mashome a mane a metso e mehlano, mme pholo yona e tlepetswe ka majwe. “Ha motho a kwaholla sekoti, kapa ha motho a tjheka sekoti, mme a sa se kwahele, eba kgomo kapa tonki e wela ka ho sona, monga sekoti sena o tla lefa. O tla lefa monga phoofolo eo ka tjhelete, mme phoofolo e shweleng e be ya hae. “Haeba pholo ya motho e mong e hlaba pholo ya e mong osele, mme pholo eo e eshwa, ba tla rekisa pholo e phelang, ba arolelane tjhelete ya yona, mme e shweleng ba e kgekgethe. Kapa haeba ho tsejwa hore pholo eo e tlwaetse ho hlaba tse ding, mme monga yona a sa ka a e disa, o tla lefa pholo e shweleng ka pholo e phelang, mme pholo e shweleng e be ya hae.” “Ha motho a utswa kgomo kapa nku, mme a e hlaba, kapa a e rekisa, o tla lefa kgomo eo ka dikgomo tse hlano, mme a lefe nku eo ka dinku tse nne. “Haeba leshodu le fumanwa le thua, mme le otlwa, le bolawa, ya le bolaileng a ke ke a ba le molato wa ho tsholla madi. Haeba a ka le bolaya motsheare, o tla fumanwa a le molato wa ho tsholla madi. “Leshodu le tla lefiswa. Haeba leshodu le se na letho, le tla rekiswa ho lefella boshodu ba lona. “Ha phoofolo e utswitsweng e fumanwa matsohong a leshodu e ntse e phela, e ka ba kgomo, kapa tonki, kapa nku, le tla e lefa habedi. “Ha motho a fudisa diphoofolo tshimong, kapa serapeng sa morara, mme a tlohella dikgomo tsa hae ho fula tshimong ya e mong, o tla lefa ka tse ntle tse tswang tshimong ya hae, le ka tse ntle tse tswang serapeng sa hae sa morara. “Ha hlaha e etjha, mme e fihla meutlweng kapa qubung ya mangata, kapa korong e eso helwe, ruri ya tjhesitseng hlaha o tla lefa tshenyo eo. “Ha motho a nea e mong tjhelete, kapa diphahlo hore a di boloke, mme tsena di utsuwa ka tlung ya motho eo; haeba leshodu le fumanwa, le tla lefiswa habedi. Haeba leshodu le sa fumanwe, monga ntlo o tla iswa moo ho rapelwang Modimo teng, ho hlapanya hore ha a a ka a isa letsoho dinthong tsena tsa motho e mong. Tabeng e nngwe le e nngwe ya tlolo ya molao, e amanang le kgomo, kapa tonki, kapa nku, kapa diaparo, kapa eng le eng e lahlehileng eo ho thweng: Ke yona ena, taba ya bao ba babedi e tla tliswa moo ho rapelwang Modimo teng. Eo Modimo a mo fumanang a le molato, o tla lefela monga ntho habedi. “Ha motho a siela motho e mong tonki, kapa pholo, kapa nku, kapa phoofolo efe kapa efe, mme eba e a shwa, kapa e a robeha, kapa e utsuwa ho se ya bonang; batho bao ba babedi ba tla hlapantshwa pela Modimo, ho fumana hore na ha a a ka a isa letsoho dinthong tsa e mong. Monga ntho o tla amohela tlhapantsho eo, mme a ke ke a buseletswa letho. Haeba phoofolo ena e hlile e utswitswe ho yena, o tla buseletsa monga yona. Haeba ruri e harotswe, o tla e hlahisa e le bopaki, mme a ke ke a lefiswa se harotsweng. “Ha motho a adimile phoofolo ho e mong, eba phoofolo eo e hlaha kotsi, kapa e a shwa, monga yona a le sieo, ruri motho eo o tla e lefa. Ha hona ho etsahala monga yona a le teng, eo a ke ke a e lefa. Empa haeba e ne e hirilwe, e tla lefellwa ka tjhelete ya kgiro ya yona.” “Ha monna a robala le morwetsana ya sa qelwang, mme a mo senya, o tla mo ntshetsa bohadi hore e be mosadi wa hae. Empa haeba ntata morwetsana a hana ho mo nea yena, o tla mo lefa ka tjhelete e lekanang bohadi ba barwetsana. “Mosadi ya loyang o tla bolawa. “Ya robalang phoofolo ruri a bolawe. “Ya etsetsang medimo esele mahlabelo, o lokela ho timetswa. “O se ke wa sotla kapa wa hatella mojaki, hobane le lona le ne le le bajaki naheng ya Egepeta. “Le se ke la hlekefetsa mohlolohadi, kapa kgutsana. Ha le fela le mo hlekefetsa, ruri ke tla utlwa sello sa hae, ha a ipiletsa ho nna. Kgalefo ya ka e tla tuka, mme ke tla le bolaya ka sabole; basadi ba lona ba tla fetoha bahlolohadi, mme bana ba lona ba fetohe dikgutsana. “Ha o adima mofutsana e mong wa setjhaba sa ka tjhelete, o se be jwaloka baadimani ba tjhelete, wa batla tswala ya yona. Ha o nka seaparo sa e mong e se bea paneng, o tle o se busetse ho yena letsatsi le eso dikele, hobane ke sona seaparo sa hae feela, ke sona se mo futhumatsang. A ka robala kang? Ha a ka ipiletsa ho nna ke tla mo utlwa, hobane ke mohau. “O se ke wa nyefola Modimo, mme o se ke wa rohaka mmusi wa setjhaba sa heno. “O se ke wa dieha ho nntshetsa karolo ya tseo di kotutseng, le tseo o di ritetseng ka morara. “O tle o nkgethele bana ba hao ba matsibolo. O tla etsa jwalo le ka dikgomo tsa hao, le ka dinku tsa hao; matsibolo a tla nyanya ka matsatsi a supileng, mme ka letsatsi la borobedi o tla nkgethela wona. “Le tla ba batho ba halalelang ho nna. Le se ke la ja nama ya phoofolo eo le fumanang e harotswe naheng, le mpe le e akgelle dintja.” “O se ke wa bolela taba tsa leshano. O se ke wa thusa motho ya kgopo, ka ho fana ka bopaki ba leshano. “O se ke wa kgema le bongata ho etsa bokgopo; leha e le ho bea bopaki bo ka dumellanang le bongata nyeweng, e le ho sotha toka. O se ke wa ba leeme nyeweng ya mofutsana. “Ha o bona kgomo ya sera sa hao, kapa tonki ya sona, e eya hosele, e thibe, o e busetse ho sona. Ha o bona tonki ya ya o hloileng e bothisitswe ke ho imelwa ke thoto, o se ke wa e feta, o mpe o thuse monga yona ho e tsosa. “O se ke wa sotha kahlolo nyeweng ya mofutsana wa heno. O be hole le qoso ya leshano. O se ke wa bolaya ya se nang molato le ya lokileng, hobane ha nka ke ka lokolla molotsana. “O se ke wa amohela tjotjo, hobane tjotjo e a foufatsa, mme e sotha dipolelo tsa ya lokileng. “O se ke wa hatella mojaki; o tseba maikutlo a mojaki, hobane le lona le bile bajaki naheng ya Egepeta.” “Ka dilemo tse tsheletseng o tla lema tshimo ya hao, mme o kotule tseo e di behileng. Ka selemo sa bosupa o tla e tlohela e lale, bafumanehi ba setjhaba sa heno ba tle ba je; tseo ba di siileng di tle di jewe ke diphoofolo tsa naha. O tla etsa jwalo ka serapa sa hao sa morara, le ka serapa sa hao sa mehlwaare. “O tla etsa mosebetsi wa hao ka matsatsi a tsheletseng, o phomole ka letsatsi la bosupa; e le hore pholo ya hao, le tonki ya hao, di tle di phomole; le mora wa lekgabunyane la hao, le mojaki ba ke ba re kgefu! “Hlokomela tsohle tseo ke o boleletseng tsona. O se ke wa bua ka mabitso a medimo esele, leha e le ho a bolela.” “Ka selemo o tla nketsetsa mokete hararo. “O tla etsa mokete wa bohobe bo sa lomoswang; ka matsatsi a supileng o je bohobe bo sa lomoswang, jwalokaha ke o laetse, ka nako e beilweng, ka kgwedi ya Mmesa, hobane ke ka yona o tswileng naheng ya Egepeta. “Ho se be ya tla hlaha kapele ho nna a itsolokile. “O tla etsa mokete wa kotulo, wa dilopotsiya tsa mosebetsi wa hao, wa tseo o di jetseng masimong. “O tla etsa le mokete wa kotulo yohle qetellong ya selemo, ha o fiella tsa tshebetso ya hao masimong. “Hararo ka selemo banna bohle ba heno ba tla hlaha kapele ho Morena Modimo. “Madi a sehlabelo sa ka a se ke a nyehelwa mmoho le bohobe bo lomositsweng, leha e le ho boloka mafura a tsa mokete wa ka ho fihlela ka letsatsi le hlahlamang. “Dilopotsiya tse ntlentle tsa masimo a hao o tla di tlisa tlung ya Morena Modimo wa hao. “O se ke wa pheha potsanyane ka lebese la mma yona.” “Bonang, ke tla romela lengeloi ho o etella pele, ho o lebela tseleng, le ho o fihlisa sebakeng seo ke se lokisitseng. O le ele hloko, mme o mamele lentswe la lona. O se ke wa le fetohela, hobane le ke ke la o tshwarela melato ya hao, kaha ke moromuwa wa ka ya lebitsong la ka. Empa ha o fela o mamedisa lentswe la lona, mme o etsa sohle seo ke se bolelang, ke tla ba sera sa dira tsa hao, le molwanedi ho ba o lwantshang. “Lengeloi la ka le tla o etella pele, le o fihlise naheng ya Baamore, le ya Bahete, le ya Baperise, le ya Bakanana, le ya Bahife, le ya Bajebuse, mme ke ba timetse. O se ke wa kgumamela medimo ya bona, mme o se ke wa e sebeletsa, leha e le ho etsa mesebetsi ya bona, empa ruri o tla e tsekolla ho hang, o thuakanye difika tsa bona tseo ba di kgumamelang. Wena o tla sebeletsa Morena Modimo wa hao; yena o tla hlohonolofatsa bohobe ba hao le metsi ao o a nwang, mme nna ke tla fedisa malwetse hara lona. Naheng ya heno ha ho mosadi ya tla senyehelwa, kapa eo e tla ba nyopa; ke tla etsa hore o phele halalele. “Ke tla etsa hore batho ba o lwantshang ba ntshabe, ke ferekanye bohle bao o tla fihla hara bona, ke etse hore dira tsa hao tsohle di o balehe. Ke tla romela bobi ho o etella pele, mme bo tla leleka Bahife, le Bakanana, le Bahete kapele ho wena. “Nke ke ka ba leleka kapele ho wena ka selemo se le seng, esere lefatshe la fetoha nanaola, mme dibatana tsa naha tsa ngatafala, tsa o lwantsha. Ke tla ba lelekisa kapele ho wena butlebutle, ho fihlela o eba le bana ba bangata, naha e eba ya hao. “Ke tla seha meedi ya hao ho tloha Lewatleng la Lehlaka, ho isa Lewatleng la Bafilesita, le ho tloha lehwatateng ho ya fihla Nokeng. Ke tla etsa hore o hlole baahi ba naha eo, mme o tla ba leleka kapele ho wena. “O se ke wa etsa selekane le bona, kapa le medimo ya bona. Ha ba ka ke ba aha naheng ya hao, esere ba etsa hore o ntshitelwe, hobane ha o ka sebeletsa medimo ya bona, hoo e tla ba leraba ho wena.” Morena a re ho Moshe: “Nyolohela ho Morena, wena le Arone, le Nadabe, le Abihu, le baholo ba Baiseraele ba mashome a supileng, le yo nkgumamela le le sebakana.” Moshe a le inotshi a atamele ho Morena, empa ha e le ba bang ba se ke ba atamela, le sona setjhaba se se ke sa nyoloha le yena. Moshe a tla, a bolella setjhaba mantswe wohle a Morena, le ditaelo tsohle tsa hae, mme setjhaba sa arabela se le ntsweleng, sa re: “Re tla phetha dipolelo tsohle tse boletsweng ke Morena.” Moshe a ngola mantswe wohle a Morena. A tsoha ka madungwadungwana, a haha aletare mosikong wa thaba, a hloma difika tsa kgopotso tse leshome le metso e mmedi, ho ya ka meloko e leshome le metso e mmedi ya bana ba Iseraele. A romela bahlankana ba setjhaba sa Iseraele, ba nyehela ka mahlabelo a ditjheso, mme ba etsetsa Morena mahlabelo a teboho ka dipohwana. Moshe a nka madi, a a tshela mafiswaneng, a kgamathisa, mme ka karolo ya madi e setseng a foka hodima aletare. Jwale a nka buka ya selekane, a e balla setjhaba moo se ntseng se utlwa, mme sona sa re: “Re tla phetha tsohle tse builweng ke Morena, re di hlomphe.” Yaba o nka madi, o foka setjhaba ka wona, o re: “Ana ke madi a selekane seo Morena a se entseng le lona, ho ya ka mantswe ana wohle.” Jwale Moshe, le Arone, le Nadabe, le Abihu, le baholo ba Baiseraele ba mashome a supileng, ba nyoloha. Ba bona Modimo wa Iseraele; tlasa maoto a hae ho le letlapa le kang la lejwe la safire, le hlwekileng jwaloka mahodimo. Empa Modimo a se ke a otla mahosana a bana ba Iseraele, mme ha ba se ba bone Modimo ba eja, ba enwa. Morena a re ho Moshe: “Nyolohela ho nna mona, thabeng, mme o dule teng. Ke tla o nea matlapa a lejwe, a ngotsweng Molao, le ditaelo tseo ke di ngotseng, ho ruta Baiseraele.” Moshe a tsamaya le lehlahana la hae, Joshua, mme Moshe a nyolohela thabeng ya Modimo. O ne a ile a re ho baholo: “Re emeleng mona, ho fihlela re kgutlela ho lona. Bo-Arone le Hure ba sala le lona; mang kapa mang ya nang le ditaba a ke a di hlahise ho bona.” Yaba Moshe o nyolohela thabeng, mme leru la aparela thaba. Tlotla ya Morena ya eba hodima thaba ya Sinai, mme leru la e aparela ka matsatsi a tsheletseng. Ka letsatsi la bosupa, Morena a le kahara leru, a bitsa Moshe. Ho hlaha ha tlotla ya Morena ho ne ho tshwana le kgabo ya mollo, e tukang hodima tlhoro ya thaba, moo bana ba Iseraele ba ntseng ba bona. Yaba Moshe o kena kahara leru, o nyolohela thabeng. Moshe a qeta matsatsi a mashome a mane, le masiu a mashome a mane, a ntse a le thabeng. Morena a bua ho Moshe, a re: “Bua le bana ba Iseraele, o re ba nntshetse dimpho. Le amohele dimpho tsa ka ho motho ka mong ya ithaopang. Ke tsena dimpho tseo le tla di amohela ho bona: kgauta, le silefera, le lethose; masela a maputswa, le a perese, le a mafubedu, le a entsweng ka lesela la lene, le ka boya ba dipodi; matlalo a dipheleu a mafubedu ke mmasa, le matlalo a diqibi, le dithupa tsa sefate sa mositsane; le ole ya ho bonesa, le dinoko tsa ole ya ho tlotsa, le mokubetso o monko o monate; le majwe a kareneleane, le mahakwe a rokellwang setipeng, le mokgabisong wa sefuba. “Jwale ba nketsetse Sehalalelo, ke tle ke ahe hara bona. Le se etse ho latela tsohle tseo ke tla o bontsha tsona setshwantshong, e leng setshwantsho sa leaho, le setshwantsho sa thepa yohle ya lona.” “Ba etse areka ka dithupa tsa sefate sa mositsane; bolelele ba yona e be disenthimethara tse lekgolo le leshome, bophara ba yona e be disenthimethara tse mashome a tsheletseng a metso e tsheletseng, mme bophahamo ba yona e be disenthimethara tse mashome a tsheletseng a metso e tsheletseng. O manehe kgauta e hlwekileng hodima areka eo; o e manehe kantle le kahare, mme hodima yona o etse moqhaka wa kgauta o e potolohang. O tle o e etsetse mehele e mene ya kgauta, o e kgwese maotong a yona a mane; mehele e mmedi e be ka lehlakoreng la pele, le e meng e mmedi ka lehlakoreng la bobedi. Ka dithupa tsa sefate sa mositsane o etse mefeng e jarang, o e manehe kgauta. Mefeng eo o tla e kgwesa meheleng e mahlakoreng a areka, ho tle ho jarwe areka ka yona. Mefeng e jarang e tla kenngwa meheleng ya areka, mme e se ke ya ba ya ntshwa meheleng eo. Ka arekeng o tla kenya matlapa a ngotsweng Molao, ao ke tla o nea wona. “O tla etsa sekwahelo sa tefelo ya sebe ka kgauta e hlwekileng; bolelele ba sona e be disenthimethara tse lekgolo le leshome, bophara ba sona e be disenthimethara tse mashome a tsheletseng a metso e tsheletseng. O tla etsa dikerubime tse pedi tsa kgauta; o di etse ka kgauta e thutsweng, mme di be ntlheng tse pedi tsa sekwahelo sa tefelo ya sebe. Kerubime ya pele e be ka ntlheng ena ya sekwahelo, kerubime ya bobedi e be ka ntlheng yane ya sona. Dintlheng tse pedi tsa sekwahelo sa tefelo ya sebe, o etse dikerubime. Mapheo a dikerubime a otlolohele hodimo, a kgurumetse sekwahelo sa tefelo ya sebe, mme difahleho tsa tsona di tadimane; difahleho tsa dikerubime di tadime malebana le sekwahelo sa tefelo ya sebe. O tla bea sekwahelo sa tefelo ya sebe hodima areka, mme kahare ho areka o tla kenya matlapa a ngotsweng Molao, ao ke tla o nea wona. Ke tla kopana le wena hona moo, ke bue le wena ke le hodima sekwahelo sa tefelo ya sebe, pakeng tsa dikerubime tse pedi, tse hodima areka ya selekane. Ke tla o nea melao yohle ya bana ba Iseraele.” “O tla etsa tafole ka dithupa tsa sefate sa mositsane; bolelele ba yona e be disenthimethara tse mashome a robedi a metso e robedi, bophara ba yona e be disenthimethara tse mashome a mane a metso e mene, mme bophahamo ba yona e be disenthimethara tse mashome a tsheletseng a metso e tsheletseng. O tla e maneha kgauta e hlwekileng, o e etsetse moqhaka wa kgauta o e potolohang. O tla e etsetsa modimako o bophara ba seatla, o e potolohang, le moqhaka wa kgauta o potapotang modimako oo wa yona. O tla e etsetsa mehele e mene ya kgauta, mme o hokele mehele eo dihukung tse nne tsa maoto a yona a mane. Haufi le modimako ho tla ba le mehele e tla kgwesa mefeng e jarang tafole. Ka dithupa tsa sefate sa mositsane o tla etsa mefeng, o e manehe kgauta, mme ke yona e tla jara tafole. O tla e etsetsa mafiso, le mafiswana, le mepotjwana, le dinwelo tse sebediswang ha ho nyehelwa. Tsena di etswe ka kgauta e hlwekileng. O tla bea bohobe bo halalelang tafoleng kamehla.” “O tla etsa sedulwana sa lebone ka kgauta e hlwekileng. Sedulwana seo sa lebone o se etse ka kgauta e thutsweng. Madulo a sona, le lenono la sona, le dikgakeletso tsa sona, le dipalesa tsa sona, le dithunthung tsa sona, di thulellwe ho sona. Lenono la sedulwana le tla ba le makala a tsheletseng: a mararo a be ka lehlakoreng la pele, a mang a mararo a be ka lehlakoreng la bobedi. Lekaleng le leng ho be le dikgakeletso tse tharo, tse kang tsa sefate sa perekisi, se nang le dipalesa le dithunthung; lekaleng le leng hape ho be le dikgakeletso tse tharo, tse kang tsa sefate sa perekisi, se nang le dipalesa le dithunthung. Ho be jwalo makaleng a tsheletseng, a tlohang lenonong la sedulwana. Sedulwaneng ho be le dikgakeletso tse nne, tse kang tsa sefate sa perekisi, se nang le dipalesa le dithunthung. Ho be le palesa tlasa manono a mabedi a sona, le palesa e nngwe hape tlasa manono a mabedi a sona; le palesa e nngwe hapehape tlasa manono a mabedi a sona. Ho be jwalo makaleng a tsheletseng, a tlohang lenonong la sedulwana. Dipalesa le manono a tsona di thulellwe le sedulwana, e be ntho e le nngwe e entsweng ka kgauta e hlwekileng, e thutsweng. “O tla se etsetsa mabone a supileng, lebone ka leng le bewe ka mokgwa wa hore le bonese sebaka se kapele ho lona. Matlao a sona, le dithotobolo tsa sona, e be tsa kgauta e hlwekileng. Sedulwana sena, le thepa yohle ya sona, di etswe ka kgauta e hlwekileng, e lekanang le dikilo tse mashome a mararo a metso e mene ka boima. Hlokomela, o di etse ho latela setshwantsho seo o se bontshitsweng ha o le thabeng.” “Hape o tla etsa leaho ka masira a leshome, a entsweng ka lesela la lene, a loehileng, le a maputswa, le a perese, le a mafubedu; setsebi se lohelle ditshwantsho tsa dikerubime ho wona. Bolelele ba lesira ka leng e be dimethara tse leshome le metso e mmedi, bophara ba lesela ka leng e be dimethara tse pedi, mme masira wohle a lekane. Masira a mahlano a rokahanngwe hammoho; le a mang a mahlano hape a rokahanngwe hammoho. O tle o etse dikgoketsane ka lesela le leputswa ntlheng ya lesira la pele, moo masira a tla kopana teng, mme o etse jwalo le ntlheng ya lesira la bobedi, moo masira a tla kopana teng. O tla etsa dikgoketsane tse mashome a mahlano lesireng la pele, o etse hape dikgoketsane tse ding tse mashome a mahlano ntlheng ya lesira la bobedi, moo masira a tla kopana teng, dikgoketsane tseo di tobane. O tla etsa dihokelo tsa kgauta tse mashome a mahlano, o hokanye masira a mabedi ka dihokelo tseo, e le hore leaho e be ntho e le nngwe. “Ka boya ba dipodi o tla etsa masela a tente e kwahelang leaho; o tla etsa masela a leshome le motso o mong. Bolelele ba lesela ka leng e be dimethara tse leshome le metso e meraro, bophara ba lesela ka leng e be dimethara tse pedi, mme masela ao a leshome le motso o mong a lekane. O tla rokahanya masela a mahlano hammoho, le a mang a tsheletseng o a rokahanye hammoho; lesela la botshelela le tla menwa habedi monyakong wa tente. O tla etsa dikgoketsane tse mashome a mahlano ntlheng ya lesela la pele, moo masela a tla kopana teng; le dikgoketsane tse mashome a mahlano ntlheng ya lesela la bobedi, moo masela a tla kopana teng. O tla etsa dihokelo tsa lethose tse mashome a mahlano, ebe o kenya dihokelo dikgoketsaneng; jwale o kopanye tente hore e be ntho e le nngwe. Karolo e setseng e leketlile ya masela, ke hore halofo ya lesela e setseng, e tla lepellela fatshe, kamorao ho leaho. Disenthimethara tse mashome a mahlano tse setseng ka lehlakoreng la pele, le disenthimethara tse mashome a mahlano tse setseng ka lehlakoreng la bobedi, ke ho re tse setseng boleleleng ba lesela la Tente ya Morena, di tla lepellela mahlakoreng a leaho, ka nqena le ka nqane ho leaho, hore di tle di le kwahele. O tla etsetsa Tente ya Morena marulelo ka matlalo a dipheleu a mmasa; o tla e etsetsa marulelo a mang a kahodimo ho ao ka matlalo a diqibi. “O tla etsetsa leaho ditshiya tsa dithupa tsa sefate sa mositsane; di tla hlongwa. Bolelele ba thupa ka nngwe e be dimethara tse nne, mme bophara ba thupa ka nngwe e be disenthimethara tse mashome a tsheletseng a metso e tsheletseng. O tla etsa dimapo tse pedi, tse bapileng, tshiyeng e nngwe le e nngwe, mme o tla etsa jwalo ka ditshiya tsohle tsa leaho. O tla etsetsa leaho ditshiya tseo; ditshiya tse mashome a mabedi di be ka lehlakoreng le ka borwa. O tla etsetsa ditshiya tseo tse mashome a mabedi ditshehetso tsa silefera, tse nang le mekotjana, tse mashome a mane. Ditshehetso tse pedi di be katlasa tshiya e nngwe le e nngwe, moo dimapo tse pedi tsa yona di tla kena teng. Ka lehlakoreng la bobedi la leaho, e leng le ka leboya, o etse ditshiya tse mashome a mabedi. O etse le ditshehetso tsa tsona tsa silefera, tse mashome a mane, moo dimapo tse pedi tsa tshiya ka nngwe di tla kena teng. “Lehlakoreng le kamorao la leaho, e leng le ka bophirimela, o etse ditshiya tse tsheletseng. O tla etsa ditshiya tse pedi dihukung tsa lehlakore leo le kamorao la leaho. Di tla kopanngwa ho tloha fatshe, ho ya fihla hodimo, moo ho nang le mofitshane wa pele. Ditshiya tsena tse pedi, tse dihukung, di tla etswa jwalo. Ho tla ba le ditshiya tse robedi, le ditshehetso tsa silefera tse leshome le metso e tsheletseng; tse pedi di be katlasa tshiya e nngwe le e nngwe. “O tla etsa maballo ka ditshiya tsa sefate sa mositsane. Maballo a mahlano a be kahodima ditshiya tse ka lehlakoreng le leng la leaho; le a mang a mahlano a be kahodima ditshiya tse ka lehlakoreng le leng hape la leaho, mme a mang a mahlano a be kahodima ditshiya tse ka lehlakoreng le kamorao la leaho, ka nqeng ya bophirimela. Leballo le bohareng ba leaho le tla tloha ntlheng e nngwe ya lona, ho isa ho e nngwe. Ditshiya tsena o tla di maneha kgauta, o di etsetse mefitshane ya kgauta, eo ho tla kgweswa maballo ho yona, mme ao le wona o tla a maneha kgauta. “O tla etsa leaho ho latela setshwantsho seo o se bontshitsweng ha o le thabeng. “O tla etsa lesira ka lesela le leputswa, le le perese, le le lefubedu, le le entsweng ka lesela la lene, le loehileng; e be le entsweng ke ditsebi, le homilweng ditshwantsho tsa dikerubime. O tla le leketlisa ditshiyeng tse nne, tse entsweng ka dithupa tsa sefate sa mositsane, tse manehilweng kgauta. Di be le dihokelo tsa kgauta, mme di hlongwe hodima ditshehetso tsa silefera. O tla leketlisa lesira dihokelong, mme ka nqane ho lona o bee areka ya selekane. Lesira leo le tla arohanya Sehalalelo ho Sehalalelo se halalelang ka ho fetisisa. Ka Sehalalelong se halalelang ka ho fetisisa o tla bea sekwahelo sa tefelo ya sebe hodima areka ya selekane. O tla bea tafole ka kwano ho lesira; le sedulwana sa lebone pela tafole, ka lehlakoreng la leaho le ka nqeng ya borwa. Tafole yona o tla e bea ka lehlakoreng le ka leboya. “Jwale ebe o etsa lesira la monyako wa Tente ya Morena; o le etse ka lesela le leputswa, le le perese, le le lefubedu, le la lene, le loehileng, mme le etswe ke sehomi. Lesira leo o le etsetse ditshiya tse hlano, tse entsweng ka dithupa tsa sefate sa mositsane, tse manehilweng kgauta. Di be le dihokelo tsa kgauta; o be o di etsetse ditshehetso tse hlano tsa lethose.” “O tla etsa aletare ka dithupa tsa sefate sa mositsane; bolelele ba yona e be dimethara tse pedi le halofo, bophara ba yona e be dimethara tse pedi le halofo. Aletare eo e be le mahlakore a mane, a lekanang, mme bophahamo ba yona e be methara le halofo. O tla etsa manaka a yona hodima dihuku tse nne tsa yona; manaka ao a etswe ka thupa e le nngwe le aletare, mme o a manehe lethose. O tla e etsetsa dithotobolo tsa yona, le dikgarashwana tsa yona, le dinwelo tsa yona, le difereko tsa yona tse hlabang nama, le dipane tsa yona; thepa yohle ya yona e etswe ka lethose. O e etsetse le mokgabiso, o kang letlowa le entsweng ka lethose. Hodima mokgabiso ona o etse mefitshane e mene ya lethose, dintlheng tsa yona tse nne. O bee mokgabiso ona katlase ho aletare, o tlohe tlase o yo fihla bohareng ba aletare. O etsetse aletare mefeng; mefeng eo e be dithupa tsa sefate sa mositsane, o e manehe lethose. Mefeng eo ya yona e kgweswe mefitshaneng, hore e tle e be mahlakoreng a mabedi a aletare ha e jarwa. O tle o e etse ka dithupa, tse fatilweng sekoti hare; o e etse hore e be jwalokaha o ile wa e bontshwa ha o le thabeng.” “O tla etsetsa leaho leo seotlwana. Ka lehlakoreng le leng, le ka nqeng ya borwa, seotlwana se tla ba le masela a lepeletseng, a lene, a loehileng, a bolelele ba dimethara tse mashome a mane a metso e mene. Ditshiya tse ka lehlakoreng lena di be mashome a mabedi, le ditshehetso tsa tsona di be mashome a mabedi, e be tse entsweng ka lethose. Dihokelo tsa ditshiya le mefapo ya tsona e be tse entsweng ka silefera. Ka lehlakoreng le ka nqeng ya leboya ho lepelle masela a bolelele ba dimethara tse mashome a mane a metso e mene. Ditshiya tsa wona di be mashome a mabedi, le ditshehetso tsa wona di be mashome a mabedi; e be tse entsweng ka lethose. Dihokelo tsa ditshiya le mefapo ya tsona e be tse entsweng ka silefera. “Ka bophareng ba seotlwana, lehlakoreng le ka bophirimela, le teng ho lepelle masela a bolelele ba dimethara tse mashome a mabedi a metso e mmedi; a be le dishiya tse leshome, le ditshehetso tsa tsona tse leshome. Le ka bophareng ba seotlwana, lehlakoreng le ka botjhabela, le teng ho lepelle masela a bolelele ba dimethara tse mashome a mabedi a metso e mmedi. Bolelele ba masela a tla lepella ka lehlakoreng le leng la monyako e be dimethara tse tsheletseng le disenthimethara tse mashome a tsheletseng; a be le ditshiya tse tharo, le ditshehetso tsa tsona di be tharo. Ka lehlakoreng la bobedi le teng ho lepelle masela a bolelele ba dimethara tse tsheletseng le disenthimethara tse mashome a tsheletseng; a be le ditshiya tse tharo, le ditshehetso tsa tsona di be tharo. “Monyakong wa seotlwana ho tla ba le lesira le bolelele ba dimethara tse robong, le entsweng ka lesela le leputswa, le le perese, le le lefubedu, le la lene le loehileng, le entsweng ke sehomi. Lesira le be le ditshiya tsa lona tse nne, le ditshehetso tsa tsona di be nne. Ditshiya tsohle tsa seotlwana tse se potapotileng, di hokahanngwe ka dithupa tse entsweng ka silefera. Dihokelo tsa ditshiya e be tsa silefera, ditshehetso e be tsa lethose. “Bolelele ba seotlwana e be dimethara tse mashome a mane a metso e mene, bophara e be dimethara tse mashome a mabedi a metso e mmedi, mme bophahamo e be dimethara tse pedi le disenthimethara tse mashome a mabedi. Ho be le masela a lepeletseng, a lene, a loehileng; le ditshehetso tsa wona e be tsa lethose. Thepa yohle ya leaho, e sebediswang ditshebeletsong tsohle tsa lona, le dimapo tsohle tsa lona, le dimapo tsohle tsa seotlwana, e be tsa lethose.” “O tla laela bana ba Iseraele hore ba o tlisetse ole e hlwekileng ya sefate sa mohlwaare, ya ho bonesa, e le hore lebone le tle le nne le tuke. Ka Tenteng ya Morena, feela ka kwano ho lesira le siretseng areka ya selekane, Arone le bara ba hae ba tla hotetsa lebone kapele ho Morena; lebone leo le tuke ho tloha ka shwalane ho fihlela hoseng. Hona e tla ba molao o tla bolokwa kamehla yohle ke meloko yohle ya bana ba Iseraele.” “Bitsa moholwane wa hao Arone, le bara ba hae, Nadabe, le Abihu, le Eleasare, le Itamare; o ba kgethe hara bana ba Iseraele, ba tle ba ntshebeletse e le baprista ba ka. O etsetse moholwane wa hao Arone diaparo tse halalelang, tsa hlompho le bokgabane. O tla buisana le bohle ba bohlale, bao ke ba hlalefisitseng, mme ba tla etsetsa Arone diaparo ho mo halaletsa, hore a tle a ntshebeletse e le moprista. Tsena ke diaparo tseo ba tla mo etsetsa tsona: mokgabiso wa sefuba, le setipe, le seaparo, le seaparo se fihlang maotong se lohilweng, le katiba, le leqhama. Ba tla etsetsa moholwane wa hao Arone le bara ba hae diaparo tse halalelang, tseo ba tla di apara ha ba ntshebeletsa e le baprista. Ba tla nka kgauta, le lesela le leputswa, le le perese, le le lefubedu, le la lene.” “Ba tla etsa setipe ka lesela le nang le mmala wa kgauta, le ka le leputswa, le le perese, le le lefubedu, le la lene, le loehileng; se etswe ke setsebi. Setipe se tla ba le masela a mabedi, a tla rokellwa mahetleng, dintlheng tsa sona tse pedi. Leqhama la setipe le etswe ka mokgwa o tshwanang le sona: ka lesela le nang le mmala wa kgauta, le ka le leputswa, le le perese, le le lefubedu, le la lene, le loehileng. “O nke majwe a mabedi a bohlokwa a kareneleane, hodima wona a ngole mabitso a bara ba Iseraele. Mabitso a tsheletseng a ngolwe hodima lejwe la pele, mme mabitso a mang a tsheletseng, a setseng, a ngolwe hodima lejwe la bobedi, ho ya ka ho hlahlamana ha bona. O tla ngola mabitso a bara ba Iseraele majweng a mabedi ao, jwalokaha setsebi sa mongolo se ye se ngole setempe sa bopaki; ebe o a kenya shweshweng e entsweng ka kgauta. O rokelle majwe ao a mabedi hodima masela a setipe a mahetleng, e be majwe a kgopotso ya bara ba Iseraele. Arone o tla apara setipe se rokeletsweng majwe ao, hore Morena a tle a ba hopole. O tla etsa dishweshwe tsa kgauta, le diketane tse pedi tsa kgauta e hlwekileng, tse lohilweng jwaloka thapo, o di hokele dishweshweng tseo.” “O tla etsa le mokgabiso wa sefuba wa kahlolo, o etswe ke setsebi. O o etse jwalokaha ho entswe setipe, ka lesela le nang le mmala wa kgauta, le ka le leputswa, le le perese, le le lefubedu, le la lene, le loehileng. Mokgabiso wa sefuba o tla ba le mahlakore a mane, a menahantsweng; bolelele ba wona bo lekane le seatla, le bophara ba wona bo lekane le seatla. Ka ho wona o rokelle mela e mene ya majwe a bohlokwa, a kgabisitsweng. Moleng wa pele e be lejwe la rubi, le la topase, le la karanete. Moleng wa bobedi e be lejwe la emeraleda, le la safire, le la daemane. Moleng wa boraro e be lejwe la turukose, le la akate, le la ametise. Moleng wa bone e be lejwe la berile, le la kareneleane, le la jasepere. Majwe ao a kenngwe shweshweng e entsweng ka kgauta. Majwe ana a be leshome le metso e mmedi, ho ya ka mabitso a bara ba Iseraele. Lejwe ka leng le ngolwe lebitso la o mong wa merabe e leshome le metso e mmedi ya bana ba Iseraele, jwalokaha ho ngolwa setempe sa bopaki. “Hodima mokgabiso wa sefuba o tla etsa diketane tse lohilweng jwaloka thapo; e be mehala e entsweng ka kgauta e hlwekileng. Hodima mokgabiso wa sefuba o tla etsa mefitshane e mmedi ya kgauta, mme mefitshane eo e mmedi o tla e hokela dintlheng tse pedi tsa mokgabiso wa sefuba. O tla hokela mehala e mmedi ya kgauta mefitshaneng eo e mmedi, e dintlheng tsa mokgabiso wa sefuba. Dintlha tse pedi tsa mehala o tla di hokela dishweshweng tse pedi, ebe o di tlamella maseleng a setipe a mahetleng, kapele ho setipe. O tla etsa mefitshane e meng e mmedi ya kgauta, o e hokele dintlheng tse pedi, tse katlase, tsa mokgabiso wa sefuba o tobaneng le setipe. O boele o etse mefitshane e mmedi ya kgauta, o e hokele ho tloha katlase ho mehala e mmedi ya setipe e mahetleng, kapele ho moo mehala eo e kopanang le setipe teng, kahodima leqhama la setipe. O tlame mefitshane ya mokgabiso wa sefuba ka mohala o moputswa, o o tlamelle mefitshaneng ya setipe, hore mokgabiso wa sefuba o tle o dule hodima leqhama, o se ke wa lokoloha setipeng. “Jwale Arone o tla kena ka Sehalalelong a apere mokgabiso wa sefuba wa kahlolo, o nang le mabitso a bara ba Iseraele, e le hore Morena a nne a ba hopole. Ka mokgabisong wa sefuba wa kahlolo, o tle o kenye majwe a Urime le Thumime, a tle a be sefubeng sa Arone ha a eya kapele ho Morena. Ka mokgwa o jwalo Arone o tla nne a jare kahlolo ya bana ba Iseraele sefubeng sa hae kamehla ha a eya kapele ho Morena.” “Seaparo se aparwang tlasa setipe o tla se etsa ka lesela le leputswa feela. Lesoba la ho se kgetshemetsa hloohong le tla ba hare ho sona, mme ho potoloha lesoba leo ho etswe lemeno le le phethang, le entsweng ke selohi. Lesoba leo le be jwaloka la molala wa baki ya mohlabani, hore le se ke la taboha. Lemenong la seaparo o tle o etse dikgarenate ka lesela le leputswa, le le perese, le le lefubedu, ho se potoloha. Pakeng tsa tsona, ho potoloha, o etse mangenengene a kgauta; ke hore ho etswe lengenengene la kgauta, ho nto etswa kgarenate; ho etswe lengenengene la kgauta, ho nto etswa kgarenate, jwalojwalo, ho potoloha lemeno la seaparo. Arone o tla apara seaparo sena ha a ntshebeletsa, mme modumo wa mangenengene o tla utlwahala ha Arone a kena ka Sehalalelong, kapele ho Morena, leha a etswa, e le hore a se ke a shwa. “O tla etsa moqhaka ka kgauta e hlwekileng, mme hodima yona o ngole jwalokaha ho ngolwa setempe sa bopaki, o re: Mohalaledi wa Morena. Moqhaka oo o rokellwe katibeng ka mohala o moputswa; o rokellwe phatleng ya katiba. Moqhaka oo o be phatleng ya Arone, a tle a jare melato e ka etswang ke bana ba Iseraele, ha ba fana ka dimpho tsa bona tse halalelang. O tla nne o be phatleng ya hae kamehla, e le hore dimpho tseo tsa bona di tle di amohelehe ho Morena. “O etse seaparo se fihlang maotong ka lesela le lene, le katiba o e etse ka lesela le jwalo, o be o etse le leqhama le homilweng. Bara ba Arone bona o tla ba etsetsa diaparo tse fihlang maotong le maqhama; o be o ba etsetse le dituku tsa hlompho le bokgabane. Tsena o di apese moholwane wa hao Arone le bara ba hae; o ba bee ka ho ba tlotsa ka ole, o ba halaletse, ba tle ba ntshebeletse e le baprista ba ka. “O ba etsetse marikgwe a lesela le lene, ba tle ba a tene; marikgwe ao a tlohe thekeng, a yo fihla diropeng. Arone le bara ba hae ba a tene ha ba kena ka Tenteng ya Morena, kapa ha ba atamela aletareng ho ya sebeletsa Sehalalelong. Ka mokgwa o jwalo ba ke ke ba jara molato, yaba ba a shwa. “Molao ona ke wa mehla yohle ho yena, le ho ditloholo tsa hae.” “Sena ke seo o tla se etsa ho Arone le ho bara ba hae, ha o ba halaletsa, hore e tle e be baprista ba ka. Nka pohwana e le nngwe, le dipheleu tse pedi, tse se nang sepha; le bohobe bo sa lomoswang, le dikuku tse sa lomoswang, tse dubilweng ka ole; le moqathane o sa lomoswang, o tlotsitsweng ka ole; tsena o di etse ka phofo ya koro e thumisehileng. O tla di kenya ka serotong, o di tlise ka sona seroto seo, mmoho le pohwana le dipheleu tse pedi. “Jwale o atametse Arone le bara ba hae pela monyako wa Tente ya Morena; o ba hlatswe ka metsi. O nke diaparo, o apese Arone seaparo se fihlang maotong, le seaparo se aparwang tlasa setipe, le setipe, le mokgabiso wa sefuba; ebe o mo tlama thekeng ka leqhama le tlamang setipe. O mo rwese katiba hloohong, ebe o bea moqhaka o halalelang hodima katiba eo. O nke ole ya ho tlotsa, o e tshele hodima hlooho ya hae, ebe o a mo tlotsa. Jwale o atametse bara ba hae, o ba apese diaparo tse fihlang maotong. O tlame Arone le bara ba hae ka maqhama, o ba rwese dituku, mme e tla ba baprista ka molao wa mehla yohle. Ka mokgwa o jwalo o tla halaletsa Arone le bara ba hae. “Jwale o tla tlisa pohwana kapele ho Tente ya Morena, ebe Arone le bara ba hae ba bea matsoho a bona hodima hlooho ya pohwana. O tla hlaba pohwana ena e le kapele ho Morena, monyakong wa Tente ya Morena. O tla nka madi a mang a pohwana, o qopetse monwana wa hao ho wona, ebe o tlotsa manaka a aletare ka wona. Madi a mang o a tshollele motheong wa aletare. O tla nka mohlehlo, le phapohane, le diphiyo tse pedi, mmoho le tshotso ya tsona, o di tjhesetse hodima aletere. Ha e le nama ya pohwana ena, le letlalo la yona, le moswang wa yona, o tla di tjhesetsa kantle ho diahelo tsa lona. Hona ke sehlabelo se etsetswang tefelo ya sebe. “Jwale o nke pheleu ya pele, Arone le bara ba hae ba tle ba bee matsoho a bona hodima hlooho ya pheleu eo. O tla hlaba pheleu eo, ebe o nka madi a yona, o foke aletare ho e potapota. O kgabele nama ya pheleu eo; o hlatswe dikahare tsa yona, le ditlhakwana tsa yona, o di bee hodima nama e kgabetsweng, le hodima hlooho ya yona. Pheleu eo yohle o tla e tjhesetsa hodima aletare, e be sehlabelo sa setjheso, se monko o monate, se amohelehang ho Morena. “Jwale o nke pheleu ya bobedi, Arone le bara ba hae ba bee matsoho a bona hodima hlooho ya yona. O tla hlaba peleu eo; o nke madi a mang a yona, o tlotse ntlha ya tsebe ya Arone ya letsoho le letona; le dintlha tsa ditsebe tsa bara ba Arone tsa matsoho a matona; le hodima menwana e metona ya matsoho a bona a matona; le hodima menwana e metona ya maoto a bona a matona, mme ka madi a mang o foke aletare ho e potapota. O tla nka madi a mang a aletareng, le ole e tlotsang, ebe o foka Arone le diaparo tsa hae; o foke le bara ba hae le diaparo tsa bona. Kahoo Arone le bara ba hae ba tla halalela, hammoho le diaparo tsa bona. “O tla nka mafura a pheleu, le mafura a mohatla wa yona, le mohlehlo, le phapohane, le diphiyo tse pedi, mmoho le tshotso ya tsona, le sephaka sa letsoho le letona, hobane ena ke pheleu ya mokete wa kgalaletso. O nke le senkgwa se le seng sa bohobe, le kuku e le nngwe e dubilweng ka ole, le moqathane o le mong; o di nke ka serotong sa bohobe bo sa lomoswang se kapele ho Morena. Tsena tsohle o di nee Arone le bara ba hae, ba tle ba nyehele ka tsona, ka ho di akgotsa kapele ho Morena. O tla boela o di nka matsohong a bona, mme o di tjhesetse aletareng, hodima sehlabelo sa setjheso se tjhesetswang Morena, se monko o monate, se amohelehang ho Morena. O tla nka sefuba sa pheleu ena ya kgalaletso ya Arone, o nyehele ka sona ka ho se akgotsa kapele ho Morena, mme e tla ba seabo sa hao. “O tla halaletsa sefuba seo o nyehelang ka sona, le sephaka seo sa seabo, e leng tse tswang pheleung ya kgalaletso ya Arone le ya bara ba hae. Hona e tla ba molao wa mehla yohle, o tlamang bana ba Iseraele ho fana ka seabo ho Arone le ho bara ba hae. E tla ba seabo se tswang ho bana ba Iseraele, sa mahlabelo a bona a teboho, e leng seabo se etsetswang Morena. “Diaparo tsa Arone tse halalelang e tla ba tsa bara ba hae kamora lefu la hae, e le hore ba tle ba di apare ha ba tlotswa, ba halaletswa hore e be baprista. Mora wa hae ya tla mo hlahlama setulong sa boprista, mme a kena ka Tenteng ya Morena ho sebeletsa, o tla apara diaparo tsena ka matsatsi a supileng. “O tla nka nama ya pheleu ya kgalaletso, o e phehele ka sebakeng sena se halalelang. Arone le bara ba hae ba tla ja nama ya pheleu, le bohobe bo ka serotong, ba le monyakong wa Tente ya Morena. Ba je dintho tseo tefelo ya dibe e entsweng ka tsona, ha ba ne ba bewa, ba halaletswa. Bao e seng baprista ba se ke ba di ja, hobane di a halalela. Haeba ho fihlela ka la hosasane ho ena le nama e setseng ya mokete wa kgalaletso, kapa bohobe, o tjhese tsena tse setseng; di se ke tsa jewa, hobane di a halalela. “O tla etsa jwalo ho Arone le ho bara ba hae, ho ya kamoo ke o laetseng kateng. Mokete wa kgalaletso ya bona o nke matsatsi a supileng. Ka tsatsi le leng le le leng o tla nyehela ka pohwana, e le sehlabelo se etsetswang tefelo ya sebe; o hlwekise aletare, ha o etsa sehlabelo sa tefelo ya sebe, mme o e tlotse hore e halalele. Ka matsatsi a supileng o tla etsa sehlabelo sa tefelo ya sebe aletareng, o e halaletse. Kahoo aletare e tla halalela ka ho fetisisa, mme tsohle tse tla ama aletare ena di tla halalela. “Sena ke seo o tla nyehela ka sona aletareng, ka tsatsi le leng le le leng, e le sehlabelo sa kamehla yohle: dikonyana tse pedi, tse nang le selemo. Konyana ya pele o nyehele ka yona hoseng; konyana ya bobedi o nyehele ka yona mantsiboya. Ha o nyehela ka konyana ya pele, o be o nyehele le ka phofo e thumisehileng e etsang boima ba kilo e le nngwe e dubilweng ka lethara e le nngwe ya ole ya mohlwaare; o nyehele le ka lethara e le nngwe ya veine. Konyana ya bobedi o tla nyehela ka yona mantsiboya, mme nyehelo ya dijo le ya dino e be jwaloka ya hoseng; e be sehlabelo sa setjheso, se monko o monate, se amohelehang ho Morena. “Sehlabelo sena sa setjheso se tla nne se etsetswe Morena kamehla yohle, ho isa melokong ya lona e tlang; se etsetswe monyakong wa Tente ya Morena, moo ke tla kopana le wena, ke be ke bue le wena hona teng. Ke tla kopana le bana ba Iseraele hona teng, mme Tente ena ya Morena e tla halaletswa ke tlotla ya ka. “Ke tla halaletsa Tente ya Morena, le aletare, mme ke tla halaletsa Arone le bara ba hae, hore ba tle ba sebeletse e le baprista ba ka. Ke tla aha hara bana ba Iseraele, ke be Modimo wa bona. Ba tla tseba hore ke nna Morena Modimo wa bona, ya ba ntshitseng naheng ya Egepeta, hore ke tle ke ahe hara bona. Ke nna Morena Modimo wa bona. “O tla etsa aletare, moo ho tla tjhesetswa mokubetso teng; o tla e etsa ka dithupa tsa sefate sa mositsane. Bolelele ba yona e be disenthimethara tse mashome a mane a metso e mehlano, le bophara ba yona e be disenthimethara tse mashome a mane a metso e mehlano; e be le mahlakore a mane a lekanang. Bophahamo ba yona e be disenthimethara tse mashome a robong. Manaka a yona a etswe ka thupa e le nngwe le aletare. O tla e maneha kgauta e hlwekileng kahodimo le ka mahlakoreng ho e potoloha, le manakeng a yona; ebe o e etsetsa moqhaka wa kgauta o e potolohang. O e etsetse mefitshane e mmedi ya kgauta tlasa moqhaka wa yona; o e etse hodima dihuku tsa yona tse pedi, le hodima mahlakore a yona a mabedi. E tla ba moo ho kgweswang mefeng, hore aletare e tle e jarwe ka yona. O tla etsa mefeng eo ka dithupa tsa sefate sa mositsane, o e manehe kgauta. O tla bea aletare kapele ho lesira le siretseng areka ya selekane, kapele ho sekwahelo sa tefelo ya sebe se hodima areka eo, moo ke tla kopana le wena teng. “Arone o tla tjhesetsa mokubetso o nkgang hamonate hodima aletare; a o tjhese hoseng ho hong le ho hong ha a lokisa mabone. Mantsiboya ha Arone a hotetsa mabone, o tla nne a tjhesetsa Morena mokubetso ona, mme hona ho etswe kamehla, ho ya fihla melokong yohle e tlang. O se ke wa tjhesetsa mokubetso osele ho yona, leha e le sehlabelo sa setjheso, kapa nyehelo ya dijo; le nyehelo ya dino e se ke ya tshelwa hodima aletare eo. Hang ka selemo, Arone o tla etsa sehlabelo sa tefelo ya sebe. Hodima manaka a aletare o tla tshela madi a tse hlabetsweng tefelo ya sebe. Tshebeletso ena ya tefelo ya sebe e tla etswa hang ka selemo, ho ya fihla melokong yohle e tlang, hobane ho Morena aletare ena e halalela ka ho fetisisa.” Yaba Morena o bua ho Moshe, o re: “Ha o bala bana ba Iseraele hore ba tle ba ngodiswe, motho ka mong wa bona a ntshetse Morena seabo se lopollang bophelo ba hae, hore a se ke a welwa ke sewa ha ba ntse ba ngodiswa. Ba tla fana ka hona: bohle ba fetelang sehlopheng sa ba seng ba ngodisitswe, ba tla ntsha silefera e etsang boima ba dikeramo tse hlano le halofo motho ka mong, ho ya kamoo e balwang kateng Sehalalelong. Digera tse mashome a mabedi ke dikeramo tse leshome le motso o mong; jwale dikeramo tse hlano le halofo e tla ba seabo se ntshetswang Morena. E mong le e mong ya kenang sehlopheng sa ba ngodisitsweng, ho tloha ka ya dilemo tse mashome a mabedi, ho ya hodimo, o tla fana ka seabo ho Morena. Ha le ntshetsa Morena seabo se lopollang bophelo ba lona, morui a se ke a ntsha ho feta dikeramo tse hlano le halofo, le mofutsana a se ke a ntsha katlase ho dikeramo tse hlano le halofo. O tla bokella tjhelete ena ya topolla ya bophelo, e ntshwang ke bana ba Iseraele, mme o e sebedise mererong ya Tente ya Morena; e tla ba eo Morena a tla hopola bana ba Iseraele ka yona, mme a lopolle bophelo ba lona.” Jwale Morena a bua ho Moshe, a re: “o tla etsa sekotlolo sa lethose, sa ho itlhatswetsa, le sedulwana sa sona e be sa lethose; e be sekotlolo seo ho tla itlhatswetswa ho sona. O tla se bea pakeng tsa Tente ya Morena le aletare, mme o tshele metsi ka ho sona. Arone le bara ba hae ba tla hatlella ka ho sona, ba hlatswetse le maoto a bona ka ho sona. Ha ba kena ka Tenteng ya Morena, ba hlape ka metsi ana, hore ba se ke ba eshwa. Leha ba atamela aletareng ho ya sebeletsa, ba etsetsa Morena sehlabelo sa setjheso, ba hatlele, ba hlatswe le maoto a bona, hore ba se ke ba eshwa. Molao ona e tla ba wa mehla yohle, ho Arone le ho ditloholo tsa hae, ho isa melokong yohle e tlang.” Morena a bua ho Moshe, a re: “Wena o inkele dinoko tse monate ka ho fetisisa: mira o metsi, oo boima ba wona e leng dikilo tse tsheletseng; le sinamone e nkgang hamonate, eo boima ba yona e leng halofo ya boima ba mmira oo, ke ho re dikilo tse tharo; le lehlaka le monko o monate, leo boima ba lona e leng dikilo tse tharo; le kasia eo boima ba yona e leng dikilo tse tsheletseng, tse lekantsweng ka tekanyo e sebediswang ka Sehalalelong; le dilethara tse nne tsa ole ya sefate sa mohlwaare. Ka tsena o etse ole e halalelang ya ho tlotsa, e tswakilweng ke setsebi. E tla ba yona ole e halalelang, e tlotsang. Ka yona o tla tlotsa Tente ya Morena, le areka ya selekane; le tafole, le dijana tsohle tsa yona, le sedulwana sa lebone, le tsohle tsa sona; le aletare ya mokubetso, le aletare ya setjheso, le tsohle tse sebediswang ho yona; le sekotlolo sa ho itlhatswetsa, le sedulwana sa sona. O di halaletse di tle di halalele ka ho fetisisa, mme eng kapa eng e tla di ama, le yona e tla halalela. “O tlotse Arone le bara ba hae, mme o ba halaletse hore e tle e be baprista ba ka. O tle o bue le bana ba Iseraele, o re: Ena e tla ba ole ya ka e halalelang, ya ho tlotsa; meloko yohle ya lona e etse jwalo. E se ke ya ba ya tshelwa mmeleng wa motho, mme le se ke la ba la iketsetsa e tshwanang le yona ka metswako. E a halalela, mme le ho lona e halalele. Motho ya ka etsang e jwaloka yona, kapa a e nea motho eo e seng moprista, o tla kgaolwa setjhabeng sa habo. ” Morena a re ho Moshe: “Inkele dinoko tsena tse monko o monate ka ditekanyo tse lekanang: setoraka, le dikgetla tse monko o monate, le kalabanumu e monko o monate, le mokubetso o hlwekileng. Ka tsona o tle o etse mokubetso o tswakilweng jwaloka setlolo se tswakilweng ke setsebi sa ditlolo; o nokilweng ka letswai le hlwekileng, o halalelang. O mong wa wona o o sile, o thumisehe; o o bee kapele ho matlapa a ngotsweng Molao, ka Tenteng ya Morena, moo ke kopanang le wena teng. Ho lona mokubetso oo o tla halalela ka ho fetisisa. Mokubetso oo le o etsang ka metswako ena, le se ke la iketsetsa o tshwanang le wona ka motswako, hobane o a halalela ho Morena. Motho ya ka etsang o kang wona, hore a utlwe monko wa wona o monate, o tla kgaolwa setjhabeng sa habo.” Morena a bua ho Moshe, a re: “Bona, ke bitsitse Besalele, mora wa Uri, mora wa Hure, wa leloko la Juda. Ke mo file Moya wa Modimo, le bohlale, le kelello, le tsebo ya mesebetsi yohle: ho rala ditshwantsho tsa mesebetsi e etswang, le ho sebetsa ka kgauta, le ka silefera, le ka lethose; le ho betla majwe a tla kenngwa mekgabisong, le ho betla dithupa, le ho etsa mesebetsi yohle. Ke mo neile le Oholeabe, mora wa Ahisamake, wa leloko la Dane. Bohle ba bohlale ke ba file tsebo, mme ba tla etsa tsohle tseo ke ba laetseng tsona. Ba tla etsa Tente ya Morena, le areka ya selekane, le sekwahelo sa tefelo ya sebe se hodima yona, le tsohle tse sebediswang ka Tenteng ya Morena; le tafole, le tsohle tsa yona; le sedulwana sa lebone sa kgauta e hlwekileng, le tsohle tsa sona; le aletare ya mokubetso, le aletare ya setjheso, le tsohle tsa yona; le sekotlolo sa ho itlhatswetsa, le sedulwana sa sona; le diaparo tse lohilweng, le diaparo tse halalelang tsa Arone, moprista, le diaparo tsa bara ba hae tsa ha ba sebeletsa e le baprista; le ole e tlotsang, le mokubetso o monko o monate wa Sehalalelo. Ba tla etsa tsohle ho ya kamoo ke o laetseng kateng.” Morena a boela a re ho Moshe: “Wena o bue le bana ba Iseraele, o re: Ruri le tla boloka Disabatha tsa ka, hobane ke sesupo pakeng tsa ka le lona, le meloko yohle ya lona, hore le tsebe hore ke nna Morena, mohalaletsi wa lona. “ Jwale le tla hlompha letsatsi la Sabatha, hobane le a halalela ho lona; ba le hlomphollang, ruri ba tla bolawa. Bohle ba etsang mesebetsi ka letsatsi leo, ba tla kgaolwa setjhabeng sa habo bona. Ho ka sebetswa ka matsatsi a tsheletseng, empa letsatsi la bosupa ke la Sabatha, la ho phomola, mme le a halalela ho Morena. Bohle ba ka etsang mesebetsi ka letsatsi la Sabatha, ruri ba tla bolawa. Bana ba Iseraele, ba meloko yohle ba tla boloka letsatsi la Sabatha, ba hlokomele letsatsi la Sabatha, e le selekane sa mehla yohle. Ke sesupo sa mehla yohle pakeng tsa ka le bana ba Iseraele, hobane Morena o ile a etsa lehodimo le lefatshe ka matsatsi a tsheletseng, mme ka letsatsi la bosupa a phomola, a ka a re kgefu! ” Modimo ha a qeta ho bua ho Moshe a le thabeng ya Sinai, a mo nea matlapa a mabedi a ngotsweng Molao, matlapa a ngotsweng ka monwana wa Modimo. Ha setjhaba se bona hore Moshe o dieha ho theoha thabeng, sa bokanela Arone, mme sa re ho yena: “Tloo, o re etsetse modimo o tla re etella pele, hobane ke mona ha re tsebe hore na Moshe, monna ya re nyolotseng naheng ya Egepeta, ho etsahetse eng ka yena.” Yaba Arone o re ho sona: “Rodisang basadi ba lona, le bara ba lona, le baradi ba lona, masale a kgauta a ditsebeng tsa bona, le a tlise ho nna.” Setjhaba sohle sa rola masale a kgauta, ao se neng se a rwetse ditsebeng, sa a tlisa ho Arone. A nka masale ao matsohong a Baiseraele, a a qhibidihisa, a bopa namane ya kgauta ka wona. Yaba ba re: “Ona ke wona modimo wa hao, wena Iseraele, o o nyolotseng naheng ya Egepeta!” Arone ha a bona ntho ena, a haha aletare kapele ho namane ya kgauta, a howeletsa, a re: “Hosasane ke mokete wa Morena!” Ka la hosasane ba tsoha ka madungwadungwana, ba nyehela ka mahlabelo a setjheso, ba tlisa le mahlabelo a teboho; setjhaba sa dula fatshe, sa eja, sa enwa; yaba se a ema, se a bapala. Morena a bua ho Moshe, a re: “Theoha kapele, hobane setjhaba sa heno, seo o se nyolotseng naheng ya Egepeta, se se se silafetse. Se se se kgelohile kapele tseleng eo ke se laetseng yona. Se ipopetse namane ya kgauta, mme se e kgumametse, sa ba sa e etsetsa mahlabelo, sa re: Ona ke wona modimo wa hao, wena Iseraele, o o nyolotseng naheng ya Egepeta! ” Morena a boela a re ho Moshe: “Setjhaba sena ke se bone; ke setjhaba se manganga. Jwale ako ntlohele, kgalefo ya ka e ke e se tlokomele, ke tle ke se timetse. Ha e le wena ke tla o etsa setjhaba se seholo.” Yaba Moshe o leka ho kokobetsa kgalefo ya Morena Modimo wa hae, o re: “Ke ka lebaka lang, Morena, kgalefo ya hao e tlokomelang setjhaba sa hao, seo o se ntshitseng naheng ya Egepeta, ka matla a maholo, le ka letsoho le matla? O etsetsang hore Baegepeta ba tle ba re: O ba ntshitse ka morero o mobe, hore a tle a yo ba bolaela dithabeng, le ho ba timetsa lefatsheng? Kokobetsa kgalefo ya hao e tukang, o fetole morero wa hao wa ho timetsa setjhaba sa hao. Hopola bahlanka ba hao, bo-Aborahama, le Isaka, le Iseraele, bao o neng o ba hlapanyetse ka lebitso la hao, wa re: Ke tla ngatafatsa ditloholo tsa lona di be kaalo ka dinaledi tsa lehodimo; le naha ena yohle, eo ke buileng ka yona, ke tla e nea ditloholo tsa lona, mme e tla ba ya lona kamehla yohle. ” Yaba Morena o fetola morero wa hae wa ho timetsa setjhaba sa hae. Jwale Moshe a reteleha, a theoha thabeng, matsohong a nkile matlapa a mabedi a ngotsweng Molao. E ne e le matlapa a ngotsweng ka mahlakoreng a mabedi; a ngotswe ka nqena le ka nqane. Matlapa ana a ne a entswe ke Modimo; le mongolo e ne e le mongolo wa Modimo; o ngotswe matlapeng. Ha Joshua a utlwa lerata la setjhaba ha se ntse se howeletsa, a re ho Moshe: “Ho na le lerata la ntwa diahelong!” Empa Moshe a re: “Hase lerata la ho thabela tlholo, hase lerata la ho llela ho hlolwa; nna ke utlwa lerata la batho ba binang.” Ha a atamela diahelong, mme a bona namane le metjeko, kgalefo ya Moshe ya tlokoma. A ptjatlanya matlapa a matsohong a hae fatshe, a a pshatlela mosikong wa thaba. A nka namane eo ba neng ba e entse, a e tjhesa mollong, a e sila ho fihlela e eba phofo, a e tshela metsing, yaba o nwesa bana ba Iseraele metsi ao. Jwale Moshe a re ho Arone: “Setjhaba see se o senyeditse eng, ha o se tliseditse sebe se sekaalekaale?” Yaba Arone o re: “Kgalefo ya morena wa ka e se ke ya tlokoma hle! O tseba hore setjhaba sena se sekametse bokgopong. Se ile sa re ho nna: Re etsetse modimo o tla re etella pele, hobane ke mona ha re tsebe hore na Moshe, monna ya re nyolotseng naheng ya Egepeta, ho etsahetse eng ka yena. Ke ile ka re ho sona: Ke bo-mang ba nang le kgauta? Ba be ba se ba e rola, ba nnea yona. Ka e akgela mollong, yaba ho tswa namane ena.” Moshe a hlokomela hore setjhaba se iketsetsa borata, hobane Arone a ne a se tloheletse ho iketsetsa borata, le ho iphetola sesomo hara dira tsa sona. Moshe a ema monyakong wa diahelo, a re: “Bao e leng ba Morena a ba tle ho nna!” Yaba bara ba Levi bohle ba bokana ho yena. Jwale a re ho bona: “Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena: Motho ka mong a nke sabole ya hae, a kene ka monyako ona, a tswe ka monyako wane, diahelong tsohle, a bolaye ngwanabo, a bolaye motswalle wa hae, a bolaye le ya ahelaneng le yena. ” Bara ba Levi ba etsa jwalokaha Moshe a boletse. Ka letsatsi leo ha eshwa batho ba ka bang dikete tse tharo. Yaba Moshe o re: “Kajeno le ikgethetse ho sebeletsa Morena, kaha motho ka mong a bolaile mora wa hae, a bolaile le ngwanabo, e le hore kajeno le tle le hlohonolofatswe.” Ka le hlahlamang Moshe a re ho setjhaba: “Le entse sebe se seholo. Jwale ke tla nyolohela ho Morena; mohlomong ke tla le etsetsa tefelo ya sebe sa lona.” Yaba Moshe o kgutlela ho Morena, o fihla, a re: “Ruri setjhaba sena se entse sebe se seholo, se iketseditse modimo wa kgauta. Jwale ako se tshwarele sebe sena sa sona hle! Ho seng jwalo hlakola lebitso la ka bukeng eo o e ngotseng.” Yaba Morena o re ho Moshe: “Ya ntshitetsweng ke yena eo ke tla mo hlakola bukeng ya ka. Jwale tsamaya, o ise setjhaba moo ke itseng o se ise teng. Bona, lengeloi la ka le tla o etella pele; feela mohla letsatsi la kotlo, setjhaba sena ke tla se otlela sebe sa sona.” Jwale Morena a otla setjhaba, hobane se ne se ile sa re Arone a se etsetse namane. Morena a bua ho Moshe, a re: “Tloha sebakeng sena, wena le setjhaba seo o se nyolotseng naheng ya Egepeta, o se ise naheng eo ke ileng ka hlapanyetsa Aborahama, le Isaka, le Jakobo, ka re: Ke tla e nea ditloholo tsa hao. Ke tla romela lengeloi ho o etella pele, mme ke tla leleka Bakanana, le Baamore, le Bahete, le Baperise, le Bahife, le Bajebuse. Ke naha e phallang lebese le mahe a dinotshi, empa nna ha ke na ho nyoloha le lona, hobane le setjhaba se manganga, esere ka tshoha ke le timetsa tseleng.” Yare ha setjhaba se utlwa mantswe ana a bohloko, sa lla, mme ha se ke ha eba ya rwalang mekgabiso ya hae. Yaba Morena o re ho Moshe: “Bolella bana ba Iseraele, o re: Le setjhaba se manganga; ha nka ka ba hara lona motsotswana o le mong feela, nka le timetsa. Jwale rolang mekgabiso ya lona, ke tle ke tsebe hore na ke etsa eng ho lona. ” Ka baka leo, bana ba Iseraele ha ba a ka ba hlola ba rwala mekgabiso ya bona, ho qala ha ba le thabeng ya Horebe. Moshe o ne a ye a nke Tente, ebe o e hloma kathoko ho diahelo, hojana le tsona, mme a e bitse Tente ya Morena. Jwale bohle ba neng ba batla ho tseba thato ya Morena, ba ne ba ye ba ye Tenteng eo, e leng Tente ya Morena, e neng e le kathoko ho diahelo. Ha Moshe a eya Tenteng eo, setjhaba sohle se ne se ye se raohe, motho ka mong a eme monyakong wa tente ya hae, a tadime Moshe ho fihlela a kena ka Tenteng. Kamehla ha Moshe a kena ka Tenteng, leru le lopaletseng le ne le ye le theohe, le eme monyakong wa Tente eo; ebe Morena o bua le Moshe. Batho bohle ba ne ba ye ba bone leru le lopaletseng le eme monyakong wa Tente, mme bohle ba ne ba ye ba raohe, ba kgumame, motho ka mong monyakong wa tente ya hae. Morena o ne a ye a bue le Moshe, difahleho di tadimane, jwalokaha motho a bua le motswalle wa hae. Moshe o ne a ye a kgutlele diahelong, empa lehlahana la hae Joshua, mora wa Nune, wa mohlankana, yena o ne a sa ke be a tswe ka Tenteng. Yaba Moshe o re ho Morena: “Bona, o itse ho nna: Nyolla setjhaba sena, empa ha o eso mpolelle hore na o tla nthoma le mang, le hoja wena o itse: Ke tseba lebitso la hao, mme ke bile ke o hauhetse. Haeba o nkgauhetse, jwale ke a o rapela: ako mpontshe ditsela tsa hao, ke a o rapela, ke tle ke o tsebe; o tle o fele o nkgauhele. Ako hopole hore batho bana ke setjhaba sa hao.” Morena a re: “Nna, ka sebele sa ka, ke tla tsamaya le wena, ke yo o phomotsa.” Moshe a re ho yena: “Haeba wena ka sebele o sa tsamaye le nna, o se ke wa re tlosa mona. Hona jwale ho tla tsejwa kang hore o nkgauhetse, nna le setjhaba see sa hao? Na hase ka ho tsamaya le rona, e le hore nna le setjhaba see re tle re kgethehe hara ditjhaba tsohle tsa lefatshe?” Morena a re ho Moshe: “Ntho ena eo o e buileng, le yona ke tla e etsa, hobane ke o hauhetse, mme ke tseba lebitso la hao.” Moshe a re: “Ako mpontshe tlotla ya hao, ke a o rapela!” Morena a re: “Ke tla o bontsha botle ba ka bo hadimang, ke be ke phatlalatse lebitso la Morena kapele ho wena. Ke tla hauhela eo ke ratang ho mo hauhela, ke utlwele bohloko eo ke ratang ho mo utlwela bohloko.” Morena a boela a re: “Ha o ka ke wa tseba ho bona sefahleho sa ka, hobane motho a ke ke a mpona, yaba o a phela.” Morena a nto re: “Bona, ho na le sebaka pela ka mona. Wena o tla ema hodima lefika. Etlare ha tlotla ya ka e feta, ke tla o kenya lepatsong la lefika, ke o kwahele ka seatla sa ka, ho fihlela ke ba ke feta. Jwale ke tla tlosa seatla sa ka, mme o tla bona sekotlo sa ka, empa sefahleho sa ka sona se ke ke sa bonwa.” Morena a re ho Moshe: “Ipetlele matlapa a mabedi a Molao a tshwanang le a pele. Hodima matlapa ao ke tla ngola mantswe a neng a ngotswe hodima matlapa a pele, ao o a pshatlileng. Itokisetse hore hosasane, e sa le hoseng, o nyolohele thabeng ya Sinai, o itlhahise kapele ho nna kahodima tlhoro ya thaba. Ho se be motho ya tla nyoloha le wena; ho se be motho ya ka bonwang kae kapa kae thabeng eo. Mehlape ya dinku le ya dikgomo e se ke ya fula thabeng eo.” Moshe a betla matlapa a mabedi a tshwanang le a pele, a tsoha ka madungwadungwana, a nyolohela thabeng ya Sinai, jwalokaha Morena a ne a mo laetse, a nkile matlapa a mabedi. Morena a theoha a le kahara leru, a ema le Moshe hona moo, mme Moshe a bitsa lebitso la Morena. Yaba Morena o feta kapele ho yena, mme a howa, a re: “Ke nna Morena! Ke nna Morena! Modimo ya nang le kutlwelobohloko, ya mosa, ya diehang ho halefa, ya nang le mohau o moholo le botshepehi; ya hauhelang ba diketekete ka ho ba tshwarela bokgopo ba bona, le ditlolo tsa bona, le dibe tsa bona, empa ya ke keng a tlohela ho otla ba molato; ya otlang bana, le ditloholo, ka baka la bokgopo ba bo-ntata bona, ho isa molokong wa boraro le wa bone.” Moshe a inamela fatshe ka potlako, a kgumamela Morena. Yaba o re: “Haeba jwale o nkgauhetse, ke rapela hore Morena a ke a tsamaye le rona, le hoja re le setjhaba se manganga. Ako re tshwarele bokgopo ba rona le dibe tsa rona, mme o re etse ba hao.” Morena a re: “Bona, ke etsa selekane. Mahlong a setjhaba sohle sa heno, ke tla etsa dimakatso tse esong ho etswe lefatsheng lohle, le hara ditjhaba tsohle. Setjhaba sohle seo o phelang hara sona se tla bona mosebetsi wa Morena, hobane seo ke leng lekgatheng la ho se etsa ka wena se a tshabeha. Ela hloko seo ke o laelang sona kajeno. Ke tla o tebella Baamore, le Bakanana, le Bahete, le Baperise, le Bahife, le Bajebuse. Hlokomela, o se ke wa etsa selekane la baahi ba naha eo o yang ho yona, esere selekane seo ya eba leraba hara lona. O heletse dialetare tsa bona, o thue difika tsa bona tseo ba di kgumamelang, o senye ditshwantsho tsa bona tsa Ashera. “O se ke wa kgumamela modimo osele, hobane Morena, eo lebitso la hae e leng Sebouledi, ke Modimo ya boulelang. O se ke wa etsa selekane le baahi ba naha eo, esere ha ba rapela medimo ya bona ya bohata, mme ba e etsetsa mahlabelo, ba o mema, yaba o ja tse hlabetsweng medimo ya bona. O se ke wa nyadisa bara ba hao baradi ba bona, esere ba ba kgelosa, mme ba hloka botshepehi ho nna, ba rapela medimo ya bohata ya baahi ba moo. “O se ke wa iketsetsa medimo e bopilweng. “O boloke mokete wa bohobe bo sa lomoswang. Ka matsatsi a supileng o tla ja bohobe bo sa lomoswang, jwalokaha ke o laetse, ka nako e beilweng, ka kgwedi ya Mmesa, hobane o tswile Egepeta ka kgwedi eo ya Mmesa. “Matsibolo wohle ke a ka; le diphoofolo tsa hao tsohle tse tona, tseo e leng matsibolo a dikgomo kapa a dinku. O tla lopolla letsibolo la tonki ka konyana; ha o sa le lopolle, o le sothe molala. Bara ba hao bohle ba matsibolo o tla ba lopolla. “Batho ba se ke ba hlaha kapele ho nna ba itsolokile. “O ka sebetsa ka matsatsi a tsheletseng, empa ka letsatsi la bosupa o phomole; o phomole ha ho lengwa le ha ho kotulwa. “O etse le mokete wa dibeke, wa dilopotsiya tsa ha ho helwa koro; le mokete wa tsohle tse bokeletsweng ha ngwaha o roba. “Hararo ka selemo, bohle ba lona ba batona ba tla hlaha kapele ho Morena Morena Modimo wa Iseraele. Ke tla falatsa ditjhaba tse tseleng ya lona, ke atise naha ya lona, mme ha ho ya tla honohela naha ya lona, ha le ilo hlaha kapele ho Morena Modimo wa lona, hararo ka selemo. “O se ke wa nnyehella ka madi a sehlabelo sa ka le bohobe bo lomositsweng, mme sehlabelo sa mokete wa Paseka se se ke sa sielwa la hosasane. “Dilopotsiya tse ntlentle tsa masimo a hao o di ise tlung ya Morena, Modimo wa hao. “O se ke wa pheha potsanyane ka lebese la mma yona.” Morena a re ho Moshe: “Ingolle mantswe ana, hobane ke ka mantswe ana ke etsang selekane sa ka le wena, le Iseraele.” Moshe a hlola moo le Morena ka matsatsi a mashome a mane, le ka masiu a mashome a mane, a sa je, a sa nwe. Morena a ngola mantswe a selekane matlapeng, e leng melao e leshome. Moshe a theoha thabeng ya Sinai, matsohong a nkile matlapa a mabedi a ngotsweng Molao. Ha a theoha thabeng, o ne a sa tsebe hore sefahleho sa hae se a kganya, ka baka la ho buisana le Modimo. Yare ha Arone la bana bohle ba Iseraele ba tadima Moshe, mme ba bona hore sefahleho sa hae se a kganya, ba tshaba ho atamela ho yena. Yaba Moshe o a ba bitsa; Arone le baokamedi bohle ba setjhaba ba kgutlela ho yena, mme Moshe a bua le bona. Hamorao bana bohle ba Iseraele ba atamela, mme a ba bolella tsohle tseo Morena a di buileng ho yena, ha a le thabeng ya Sinai. Ha Moshe a qetile ho bua le bona, a ikgurumetsa sefahleho ka lesira. Empa ha Moshe a kena ho ya bua le Morena, o ne a ye a tlose lesira ho fihlela a be a etswa. Ha a se tswile, o ne a ye a bolelle bana ba Iseraele seo a se laetsweng. Bana ba Iseraele ba ne ba ye ba bone hore sefahleho sa Moshe se a kganya; ebe Moshe o boela a ikgurumetsa sefahleho ka lesira, ho fihlela a kena hape ho ya bua le Morena. Yaba Moshe o bokella setjhaba sohle sa bana ba Iseraele, o re ho sona: “Tsena ke tseo Morena a laetseng hore le di etse: Le ka sebetsa ka matsatsi a tsheletseng, empa letsatsi la bosupa le tla halalela ho lona; ke Sabatha, letsatsi la phomolo ya Morena; mang kapa mang ya tla sebetsa ka letsatsi leo o tla bolawa. Malapeng wohle a lona le se ke la besa mollo ka letsatsi lena la Sabatha. ” Moshe a bua le setjhaba sohle sa bana ba Iseraele, a re: “Sena ke seo Morena a se laetseng, a re: Ntshetsang Morena dimpho tsa lona; e mong le e mong a ntshetse Morena ka pelo e tshweu; kgauta, le silefera, le lethose; masela a maputswa, le a perese, le a mafubedu, le a lene, le ka boya ba dipodi; le matlalo a dipheleu a mmasa, le matlalo a diqibi, le dithupa tsa sefate sa mositsane; le ole e bonesang, le dinoko tsa ole e tlotsang, le tsa mokubetso o monko o monate; le majwe a bohlokwa a kareneleane, le mahakwe a rokellwang setipeng, le mokgabisong wa sefuba. ” “ Bohle ba bohlale hara lona ba ke ba tle, ba tlo etsa tsohle tseo Morena a di laetseng: e leng Leaho, tente ya lona, le marulelo a lona, le dihokelo tsa lona, le dithupa tsa lona, le maballo a lona, le ditshiya tsa lona, le didulwana tsa tsona; le areka, le mefeng ya yona, le sekwahelo sa tefelo ya sebe, le lesira le sireletsang areka; le tafole, le mefeng ya yona, le dijana tsohle tsa yona, le bohobe bo halalelang; le sedulwana sa lebone le bonesang, le tsohle tsa sona, le mabone a sona, le ole e bonesang; le aletare ya mokubetso, le mefeng ya yona, le ole e tlotsang, le mokubetso o monko o monate, le lesira la monyako, le monyakong wa Leaho; le aletare ya setjheso, le mokgabiso wa yona wa lethose o kang letlowa, le mefeng ya yona, le tsohle tsa yona, le sekotlolo sa ho itlhatswetsa, le sedulwana sa sona; le masela a seotlwana, le ditshiya tsa sona, le didulwana tsa tsona, le lesira la monyako wa seotlwana; le dimapo tsa Tente, le dimapo tsa seotlwana, le mehala ya tsona; le diaparo tse lohilweng tsa ho sebeletsa ka Sehalalelong, le diaparo tse halalelang tsa moprista Arone, le diaparo tsa bara ba hae, ha ba sebeletsa e le baprista. ” Setjhaba sohle sa bana ba Iseraele sa tloha kapele ho Moshe. Batho ba boela ba tla; bohle bao pelo tsa bona di ratang, le bohle ba pelo di tshweu, ba tlisetsa Morena dimpho bakeng sa ho etsa Tente ya Morena, le bakeng sa tshebeletso e tla etsetswa ka ho yona, le bakeng sa ho etsa diaparo tse halalelang. Ha kena le basadi, bohle bao pelo tsa bona di ratang; ba tlisa dipetja, le masale a rwalwang dinkong, le mefitshane, le dipele, le tsohle tse entsweng ka kgauta; bohle ba nang le hona ba tlisetsa Morena dimpho tsa kgauta. Bohle ba neng ba ena le masela a maputswa, le a perese, le a mafubedu, le a entsweng ka lene, a loehileng; le boya ba dipodi, le matlalo a dipheleu a mmasa, le matlalo a diqibi, ba a tlisa. Bohle ba fanang ka silefera, le ka lethose, ba tlisetsa Morena dimpho tseo. Le bohle ba neng ba ena le dithupa tsa sefate sa mositsane tse ka sebediswang, ba di tlisa. Basadi bohle ba bohlale ba ohla ka matsoho a bona; ba tlisa dikgwele tse ohlilweng tse putswa, le tse perese, le tse kgubedu, le tsa lene. Basadi bohle ba ratang, ba bohlale, ba ohla boya ba dipodi. Baokamedi ba tlisa majwe a bohlokwa a kareneleane, le mahakwe a rokellwang setipeng, le a mokgabiso wa sefuba; le dinoko, le ole e bonesang, le ole e tlotsang, le mokubetso o monko o monate. Banna bohle le basadi bohle ba bana ba Iseraele, ba pelo di tshweu, ba tlisa dintho tsa mosebetsi oo Morena a neng a laetse Moshe hore o etswe, ba tlisetsa Morena dimpho tsa boithaopo. Yaba Moshe o re ho bana ba Iseraele: “Bonang, Morena o bitsitse Besalele ka lebitso; ke mora wa Uri, mora wa Hure, wa leloko la Juda. O mo file Moya wa Modimo, le bohlale, le kelello, le tsebo ya mesebetsi yohle: ho rala ditshwantsho tsa mesebetsi e etswang, le ho sebetsa ka kgauta, le ka silefera, le ka lethose; le ho betla majwe a tla kenngwa mekgabisong, le ho betla dithupa, le ho etsa mesebetsi yohle, ho latela setshwantsho se radilweng. Yena le Oholeabe, mora wa Ahimasake, wa leloko la Dane, ba neilwe bohlale ba ho ruta. Morena o ba neile dipelo tse bohlale, ba tle ba etse mesebetsi yohle ya bolala, le mesebetsi yohle e etswang ke ditsebi, le ya dihomi tsa masela a maputswa, le a perese, le a mafubedu, le a lene; le mesebetsi ya dilohi. Bana ke ditsebi tsa mesebetsi ena yohle, le diradi tsa ditshwantsho tsa mesebetsi. “Jwale Besalele, le Oholeabe, le batho bohle ba pelo di bohlale, bao Morena a ba neileng bohlale le kutlwisiso ya ho tseba ho etsa mesebetsi yohle ya Sehalalelo, ba tla sebetsa, ba etse mesebetsi eo, ho latela tsohle tseo Morena a di laetseng.” Yaba Moshe o bitsa Besalele le Oholeabe, le batho bohle ba pelo di bohlale, bao Morena a ba neileng bohlale dipelong tsa bona, ba ratang, hore ba tle mosebetsing, ba sebetse. Ba amohela dimpho tsohle ho Moshe, tseo bana ba Iseraele ba di tliseditseng mosebetsi wa hore ho hahwe Sehalalelo ka tsona. Ba nna ba tlisa dimpho tsa boithaopo ho yena hoseng ho hong le ho hong. Banna bohle ba bohlale, ba etsang mosebetsi wohle wa Sehalalelo, ba tlohela mosebetsi oo ba neng ba o etsa, ba tla. Ba bua le Moshe, ba re: “Setjhaba se tlisa dintho tse ngata ho feta tse hlokwang bakeng sa ho etsa mosebetsi oo Morena a laetseng hore o etswe.” Jwale Moshe a laela hore ho hlajwe mokgosi diahelong, ho thwe: “Banna le basadi ba se ke ba hlola ba tlisa dimpho tsa mosebetsi wa Sehalalelo.” Yaba setjhaba se kgaotsa ho tlisa dimpho. Tse ntshitsweng di ne di lekane ho etsa mosebetsi wa Sehalalelo, di be di sale. Banna bohle ba bohlale hara basebetsi ba etsa Leaho ka masira a leshome, a lesela la lene, a loehileng, le a maputswa, le a perese, le a mafubedu, mme sehomi sa setsebi sa homa ditshwantsho tsa dikerubime ho wona. Bolelele ba lesira ka leng e ne e le dimethara tse leshome le metso e mmedi, bophara ba lesira ka leng e le dimethara tse pedi, mme masira wohle a ne a lekana. Ba rokahanya masira a mahlano mmoho; le a mang a mahlano hape ba a rokahanya mmoho. Ba etsa dikgoketsane ka lesela le leputswa ntlheng ya lesira la pele, moo masira a kopanang teng, mme ba etsa jwalo le ntlheng ya lesira la bobedi, moo masira a kopanang teng. Ba etsa dikgoketsane tse mashome a mahlano lesireng la pele; ba etsa hape dikgoketsane tse ding tse mashome a mahlano ntlheng ya lesira la bobedi, moo masira a kopanang teng. Dikgoketsane di ne di tobane. Ba etsa dihokelo tsa kgauta tse mashome a mahlano, mme masira a hokahanngwa ka bobedi ka dihokelo, Leaho ya eba ntho e le nngwe. Ka boya ba dipodi ba etsa masela a kwahelang Leaho; ba etsa masela a leshome le motso o mong. Bolelele ba lesela ka leng e ne e le dimethara tse leshome le metso e meraro, bophara ba lesela ka leng e le dimethara tse pedi, mme masela ao a leshome le motso o mong a ne a lekana. Ba rokahanya masela a mahlano mmoho, le a mang a tsheletseng ba a rokahanya mmoho. Ba etsa dikgoketsane tse mashome a mahlano ntlheng ya lesela la pele, moo masela a kopanang teng; le dikgoketsane tse mashome a mahlano ntlheng ya lesela la bobedi, moo masela a kopanang teng. Ba etsa dihokelo tse mashome a mahlano tsa lethose, ho kopanya masela ana hore e be ntho e le nngwe. Ba etsetsa Tente ena marulelo ka matlalo a dipheleu a mmasa; ba e etsetsa marulelo a mang a kahodimo ho ao ka matlalo a diqibi. Yaba ba etsetsa Leaho ditshiya tsa dithupa tse hlongwang, tsa sefate sa mositsane. Bolelele ba thupa ka nngwe e ne e le dimethara tse nne, mme bophara ba thupa ka nngwe e ne e le disenthimethara tse mashome a tsheletseng a metso e tsheletseng. Ba etsa dimapo tse pedi, tse bapileng, thupeng e nngwe le e nngwe, mme ba etsa jwalo ka dithupa tsohle tsa Leaho. Ba etsetsa Leaho ditshiya tse mashome a mabedi ka lehlakoreng le ka borwa. Ba etsetsa ditshiya tseo tse mashome a mabedi ditshehetso tsa silefera tse nang le mekotjana, tse mashome a mane. Ho ne ho ena le ditshehetso tse pedi katlasa tshiya e nngwe le e nngwe, moo dimapo tse pedi tsa yona di kenang teng. Ka lehlakoreng la bobedi la Leaho, e leng le ka leboya, ba etsa ditshiya tse mashome a mabedi. Ba etsa le ditshehetso tsa tsona tsa silefera, tse mashome a mane, moo dimapo tse pedi tsa tshiya ka nngwe di kenang teng. Lehlakoreng le kamorao la Leaho, e leng le ka bophirimela, ba etsa ditshiya tse tsheletseng. Ba etsa ditshiya tse pedi dihukung tsa lehlakore le kamorao la Leaho. Tsa kopanngwa ho tloha fatshe, ho ya fihla hodimo, moo ho nang le mofitshane wa pele. Ditshiya tsena tse pedi tse dihukung, tsa etswa jwalo. Ho ne ho ena le ditshiya tse robedi, le ditshehetso tsa silefera tse leshome le metso e tsheletseng; tse pedi di le katlasa tshiya e nngwe le e nngwe. Ba etsa maballo ka dithupa tsa sefate sa mositsane. Maballo a mahlano a ba kahodima ditshiya tse ka lehlakoreng le leng la Leaho; le a mang a mahlano a ba kahodima ditshiya tse ka lehlakoreng le leng la Leaho, mme a mang a mahlano hape a ba kahodima ditshiya tse ka lehlakoreng le kamorao la Leaho, ka nqeng ya bophirimela. Ba etsa leballo le bohareng ba Leaho, le tlohang ntlheng e nngwe ya lona, ho isa ho e nngwe. Ditshiya tsena ba di maneha kgauta, ba di etsetsa mefitshane ya kgauta, eo ho kgweswang maballo ho yona, mme maballo ao le wona ba a maneha kgauta. Ba etsa lesira ka lesela le leputswa, le le perese, le le lefubedu, le la lene, le loehileng; le entsweng ke setsebi, le homilweng ditshwantsho tsa dikerubime. Ba le etsetsa ditshiya tse nne ka dithupa tsa sefate sa mositsane, tse manehilweng kgauta. Di ne di ena le dihokelo tsa kgauta. Ba di etsetsa ditshehetso tse nne tsa silefera. Ba etsa le lesira la monyako wa Tente ka lesela le leputswa, le le perese, le le lefubedu, le la lene, le loehileng; la etswa ke sehomi. Ba etsa le ditshiya tsa lona tse hlano, le dihokelo tsa tsona. Ba maneha kgauta hodima dihlooho tsa tsona, le hodima dithupa tse di kopanyang. Ditshehetso tsa tsona tse hlano ya eba tsa lethose. Besalele a etsa areka ka dithupa tsa sefate sa mositsane; bolelele ba yona e ne e le disenthimethara tse lekgolo le leshome, bophara ba yona e le disenthimethara tse mashome a tsheletseng a metso e tsheletseng, mme bophahamo ba yona e le disenthimethara tse mashome a tsheletseng a metso e tsheletseng. Yaba o e maneha kgauta e hlwekileng kantle le kahare, mme a e etsetsa moqhaka wa kgauta o e potolohang. A e etsetsa mehele e mene ya kgauta maotong a yona a mane: mehele e mmedi ka lehlakoreng la pele, le e meng e mmedi ka lehlakoreng la bobedi. Ka dithupa tsa sefate sa mositsane a etsa mefeng e jarang, mme a e maneha kgauta. Yaba o kgwesa mefeng eo meheleng e mahlakoreng a areka, ho tle ho jarwe areka ka yona. Jwale a etsa sekwahelo sa tefelo ya sebe ka kgauta e hlwekileng; bolelele ba sona e ne e le disenthimethara tse lekgolo le leshome, bophara ba sona e le disenthimethara tse mashome a tsheletseng a metso a tsheletseng. A etsa dikerubime tse pedi tsa kgauta; a di etsa ka kgauta e thutsweng, dintlheng tse pedi tsa sekwahelo sa tefelo ya sebe. Kerubime ya pele e ne e le ka ntlheng ena ya sekwahelo, kerubime ya bobedi e le ka ntlheng yane ya sona. Dintlheng tse pedi tsa sekwahelo sa tefelo ya sebe a etsa dikerubime. Dikerubime di ne di otlolletse mapheo e tsona hodimo, di kgurumeditse sekwahelo sa tefelo ya sebe ka mapheo a tsona, difahleho tsa tsona di tadimane; difahleho tsa dikerubime di tadimile malebana le sekwahelo sa tefelo ya sebe. A etsa tafole ka dithupa tsa sefate sa mositsane. Bolelele ba yona e ne e le disenthimethara tse mashome a robong, bophara ba yona e le disenthimethara tse mashome a mane a metso e mehlano, bophahamo ba yona e le disenthimethara tse mashome a tsheletseng a metso a supileng. Yaba o e maneha kgauta e hlwekileng, mme a e etsetsa moqhaka wa kgauta o e potolohang. A e etsetsa modimako o bophara ba seatla ho e potoloha, le moqhaka wa kgauta o potapotang modimako oo wa yona. A e etsetsa mehele e mene ya kgauta, a hokela mehele eo dihukung tse nne tsa maoto a yona a mane. Haufi le modimako ho ne ho ena le mehele eo ho yona ho kgweswang mefeng e jarang tafole. Ka dithupa tsa sefate sa mositsane a etsa mefeng e jarang tafole, a e maneha kgauta. Ka kgauta e hlwekileng a etsa dijana tse tla bewa hodima tafole: mafiso, le mafiswana, le dinwelo, le mepotjwana e sebediswang ha ho nyehelwa. A etsa sedulwana sa lebone ka kgauta e hlwekileng. Sedulwana seo sa lebone a se etsa ka kgauta e thutsweng. Madulo a sona, le lenono la sona, le dikgakeletso tsa sona, le dipalesa tsa sona, le dithunthung tsa sona, tsa thulellwa ho sona. Lenono la sedulwana le ne le ena le makala a tsheletseng: a mararo a le ka lehlakoreng la pele, a mang a mararo a le ka lehlakoreng la bobedi. Lekaleng le leng ho ne ho ena le dikgakeletso tse tharo, tse kang tsa sefate sa perekisi se nang le dipalesa le dithunthung. Lekaleng le leng hape ho ne ho ena le dikgakeletso tse tharo, tse kang tsa sefate sa perekisi, se nang le dipalesa le dithunthung. Ha etswa jwalo makaleng a tsheletseng a tlohang lenonong la sedulwana. Sedulwaneng ho ne ho ena le dikgakeletso tse nne, tse kang tsa sefate sa perekisi, se nang le dipalesa le dithunthung. Ho ne ho ena le palesa tlasa manono a mabedi a sona, le palesa e nngwe hape tlasa manono a mabedi a sona; le palesa e nngwe hapehape tlasa manono a mabedi a sona. Ha etswa jwalo makaleng a tsheletseng a tlohang lenonong la sedulwana. Dipalesa tsa sona, le manono a sona, di ne di thulelletswe le sedulwana, e le ntho e le nngwe, e entsweng ka kgauta e hlwekileng, e thutsweng. A etsa mabone a sona a supileng, le matlao a sona, le dithotobolo tsa sona, ka kgauta e hlwekileng. Sedulwana sena, le tsohle tsa sona, a di etsa ka kgauta e hlwekileng, eo boima ba yona e leng dikilo tse mashome a mararo a metso e mehlano. A etsa aletare ya mokubetso ka dithupa tsa sefate sa mositsane. Bolelele ba yona e ne e le disenthimethara tse mashome a mane a metso e mehlano, bophara ba yona e le disenthimethara tse mashome a mane a metso e mehlano, e ne e ena le mahlakore a mane a lekanang; bophahamo ba yona e le disenthimethara tse mashome a robong. Manaka a yona a ne a entswe ka thupa e le nngwe le aletare. A e maneha kgauta e hlwekileng kahodimo, le ka mahlakoreng ho e potoloha, le manakeng a yona. A e etsetsa moqhaka wa kgauta o e potolohang. A e etsetsa mefitshane e mmedi ya kgauta tlasa moqhaka wa yona, hodima dihuku tsa yona tse pedi, le hodima mahlakore a yona a mabedi. E tla ba moo ho kgweswang mefeng, hore aletare e tle e jarwe ka yona. A etsa mefeng eo ka dithupa tsa sefate sa mositsane, mme a e maneha kgauta. A etsa ole e tlotsang, e halalelang, le mokubetso o monko o monate, jwalokaha ho etsa setsebi se tswakang ditlolo. A etsa aletare ya setjheso ka dithupa tsa sefate sa mositsane. Bolelele ba yona e ne e le dimethara tse pedi le disenthimethara tse mashome a mabedi, bophara ba yona e le dimethara tse pedi le disenthimethara tse mashome a mabedi, e ne e ena le mahlakore a mane a lekanang; bophahamo ba yona e le methara e le nngwe le disenthimethara tse mashome a mararo. A etsa manaka a yona hodima dihuku tse nne tsa yona; manaka ao a ne a entswe ka thupa e le nngwe le aletare, mme a a maneha lethose. A etsa dintho tsohle tse sebediswang aletareng: dithothobolo, le dikgarashwana, le dinwelo, le difereko tse hlabang nama, le dipane; tsena tsohle tsa yona a di etsa ka lethose. A etsetsa aletare mokgabiso o kang letlowa le entsweng ka lethose; a bea mokgabiso oo katlase ho aletare, o tloha tlase o ilo fihla bohareng ba aletare. A etsa mefitshane e mene dintlheng tse nne tsa mokgabiso ona wa lethose, e le e kgwesang mefeng. A etsa mefeng ka dithupa tsa sefate sa mositsane, a e maneha lethose. Mefeng eo a e kgwesa mefitshaneng, mahlakoreng a aletare, hore aletare e tle e jarwe ka yona. A e etsa ka dithupa tse fatilweng sekoti hare. Yaba o etsa sekotlolo sa ho itlhatswetsa, le sedulwana sa sona; a di etsa ka lethose; a di etsa ka diipone tsa basadi ba neng ba sebetsa monyakong wa Tente ya selekane. A etsa seotlwana ka lehlakoreng le ka nqeng ya borwa. Masela a lepeletseng a seotlwana a ne a entswe ka lene, a loehile, bolelele ba wona e le dimethara tse mashome a mane a metso e mene. Ditshiya tse ka lehlakoreng lena tse mashome a mabedi, le ditshehetso tsa tsona tse mashome a mabedi, di ne di entswe ka lethose. Dihokelo tsa ditshiya, le mefapo ya tsona, e ne e le tse entsweng ka silefera. Ka lehlakoreng le ka leboya ho ne ho lepeletse masela a bolelele ba dimethara tse mashome a mane a metso e mene. Ditshiya tse ka lehlakoreng lena tse mashome a mabedi le ditshehetso tsa tsona tse mashome a mabedi, di ne di entswe ka lethose. Dihokelo tsa ditshiya, le mefapo ya tsona, e ne e le tse entsweng ka silefera. Ka lehlakoreng le ka bophirimela le teng ho ne ho lepeletse masela a bolelele ba dimethara tse mashome a mabedi a metso e mmedi. Ditshiya tsa wona di ne di le leshome, le ditshehetso tsa tsona di le leshome. Dihokelo tsa ditshiya, le mefapo ya tsona, di ne di entswe ka silefera. Ka lehlakoreng le ka botjhabela ho ne ho lepeletse masela a bolelele ba dimethara tse mashome a mabedi a metso e mmedi. Bolelele ba masela a neng a lepeletse ka lehlakoreng le leng la monyako e ne e le dimethara tse tsheletseng le disenthimethara tse mashome a tsheletseng; a ne a ena le ditshiya tse tharo le ditshehetso tsa tsona di le tharo. Ka lehlakoreng la bobedi, ka nqena le ka nqane ho monyako wa seotlwana, le teng ho ne ho lepeletse masela a bolelele ba dimethara tse tsheletseng le disenthimethara tse mashome a tsheletseng; a ne a ena le ditshiya tse tharo, le ditshehetso tsa tsona di le tharo. Masela wohle a lepeletseng, a potapotileng seotlwana, e ne e le a entsweng ka lene, a loehileng. Ditshehetso tsa ditshiya di ne di entswe ka lethose, dihokelo tsa ditshiya, le dithupa tsa tsona, di ne di entswe ka silefera. Dihlooho tsa tsona di ne di manehilwe silefera, mme ditshiya tsohle tsa seotlwana di ne di hokahantswe ka dithupa tse entsweng ka silefera. Lesira la monyako wa seotlwana le ne le entswe ke sehomi, lesela le leputswa, le le perese, le le lefubedu, le le entsweng ka lene, le loehileng. Bolelele ba lona e ne e le dimethara tse robong; bophara ba lona e le dimethara tse pedi, hore le tshwane le masela a lepeletseng a seotlwana. Ditshiya tsa lesira leo di ne di le nne, le ditshehetso tsa lona di le nne, di entswe ka lethose, dihokelo tsa tsona di entswe ka silefera. Dihlooho tsa tsona di ne di manehilwe silefera, le dithupa tse di kopanyang e ne e le tsa silefera. Dimapo tsohle tsa Leaho, le tsa seotlwana, ho potoloha, di ne di entswe ka lethose. Ena ke kakaretsa ya dintho tsa Leaho, tse ileng tsa bokellwa, tsa Leaho la areka e kentseng matlapa a ngotseng Molao. Dintho tsena di ile tsa bokellwa ka taelo ya Moshe, ke Balevi, ba le taolong ya Itamare, mora wa moprista Arone. Besalele, mora wa Uri, mora wa Hure, wa leloko la Juda, a etsa tsohle tseo Morena a di laetseng Moshe. O ne a thuswa ke Oholeabe, mora wa Ahisamake, wa leloko la Dane. Oholeabe e ne e le lelala, le setsebi sa mesebetsi; le sehomi se homang masela a maputswa, le a perese, le a mafubedu, le a entsweng ka lene, a loehileng. Kgauta yohle e ileng ya sebediswa mosebetsing wohle wa ho haha Sehalalelo, e ne e le kgauta e tswang dimphong tsa baithaopi; e ne e etsa boima ba dikilo tse sekete, tse lekantsweng ka tekanyo e sebediswang ka Sehalalelong. Silefera e neng e bokeletswe ke setjhaba e ne e etsa boima ba dikilo tse dikete tse tharo le makgolo a mane le mashome a mararo, tse lekantsweng ka tekanyo e sebediswang ka Sehalalelong. Motho ka mong wa ba badilweng, ho qala ka ya dilemo tse mashome a mabedi, ho ya hodimo, a ntsha keramo tse tsheletseng, tse lekantsweng ka tekanyo e sebediswang ka Sehalalelong. Palo ya ba ntshitseng ya eba dikete tse makgolo a tsheletseng a metso e meraro, le makgolo a mahlano le mashome a mahlano. Ho ile ha sebediswa silefera e etsang boima ba dikilo tse dikete tse tharo le makgolo a mane, ho etsa ditshehetso tsa Sehalalelo, le ditshehetso tsa lesira: ditshehetso tse lekgolo tsa etswa ka silefera e etsang boima ba dikilo tse dikete tse tharo le makgolo a mane; setshehetso ka seng sa etswa ka silefera e etsang boima ba dikilo tse mashome a mararo a metso e mene. Ka silefera e etsang dikilo tse mashome a mararo, ha etswa dihokelo tsa ditshiya, ditshiya tsa manehwa dihlooho, mme ha etswa dithupa. Lethose la dimpho tsa boithaopo le ne le etsa boima ba dikilo tse dikete tse pedi le makgolo a mane le mashome a mabedi a metso e mehlano. Ka yona ha etswa ditshehetso tsa monyako wa Tente ya Morena, le aletare ya lethose, le mokgabiso wa lethose o kang letlowa, le tsohle tsa aletare, le ditshehetso tse potapotileng seotlwana le ditshehetso tsa monyako wa seotlwana, le dimapo tsohle tsa Leaho, le dimapo tsohle tse potapotileng seotlwana. Ka masela a maputswa, le a perese, le a mafubedu, ba loha diaparo tsa ho sebeletsa ka Sehalalelong. Ba etsetsa Arone diaparo tse halalelang, jwalokaha Modimo a ne a laetse Moshe. Ba etsa setipe ka lesela le nang le mmala wa kgauta, le ka le leputswa, le le perese, le le lefubedu, le le entsweng ka lene, le loehileng. Ba etsa masenke a kgauta, ba a seha maqhwele, ba a rokella pakeng tsa lesela le leputswa, le le perese, le le lefubedu, le le entsweng ka lene; ya eba mosebetsi wa setsebi. Setipe sena ba se etsetsa masela a mabedi a rokeletsweng mahetleng, moo dintlha tse pedi tsa sona di kopanang teng. Leqhama la setipe le ne le entswe ka mokgwa o tshwanang le sona: ka lesela le nang le mmala wa kgauta, le ka le leputswa, le le perese, le le lefubedu, le le entsweng ka lene, le loehileng, jwalokaha Morena a ne a laetse Moshe. Ba kutletsa majwe a bohlokwa a kareneleane, ba a kenya dishweshweng tsa kgauta, ba a ngola mabitso a bara ba Iseraele, jwalokaha ho etswa setempe sa bopaki. Ba a rokella hodima masela a setipe a mahetleng. Majwe ao e ne e le kgopotso ya bara ba Iseraele, jwalokaha Morena a ne a laetse Moshe. Ba etsa mokgabiso wa sefuba; wa etswa ke setsebi, jwaloka setipe; wa etswa ka lesela le nang le mmala wa kgauta, le ka le leputswa, le le perese, le le lefubedu, le le entsweng ka lene, le loehileng. Mokgabiso ona wa sefuba o ne o ena le mahlakore a mane, a menahantsweng habedi, a bolelele ba seatla, le bophara ba seatla. Ba rokella mela e mene ya majwe a bohlokwa. Moleng wa pele e ne e le lejwe la rubi, le la topase, le la karanete. Moleng wa bobedi e ne e le lejwe la emeraleda, le la safire, le la daemane. Moleng wa boraro e ne e le lejwe la turukose, le la akate, le la ametise. Moleng wa bone e ne e le lejwe la berile, le la kareneleane, le la jasepere. Ba kenya majwe ao dishweshweng tseo tsa kgauta. Majwe ana a ne a le leshome le metso e mmedi, ho ya ka mabitso a bara ba Iseraele. Lejwe ka leng le ne le ngotswe lebitso la o mong wa merabe e leshome le metso e mmedi ya bara ba Iseraele, jwalokaha ho ngolwa setempe sa bopaki. Hodima mokgabiso wa sefuba ba ne ba entse diketane tse lohilweng jwaloka thapo, e le mehala e entsweng ka kgauta e hlwekileng. Ba etsa dishweshwe tse pedi tsa kgauta, le mefitshane e mmedi ya kgauta, ba hokela mafitshane e mmedi eo dintlheng tse pedi tsa mokgabiso wa sefuba. Ba hokela mehala eo e mmedi ya kgauta mefitshaneng e mmedi, e dintlheng tsa mokgabiso wa sefuba. Dintlha tse pedi tsa mehala ba di hokela dishweshwe tseo tse pedi, ba di tlamella maseleng a setipe a mahetleng, kapele ho setipe. Ba etsa mefitshane e meng e mmedi ya kgauta, ba e hokela dintlheng tse pedi, tse katlase, tsa mokgabiso wa sefuba o tobaneng le setipe. Ba boela ba etsa mefitshane e mmedi ya kgauta, ba e hokela ho tloha katlase ho mehala e mmedi ya setipe e mahetleng, kapele ho moo mehala eo e kopanang le setipe teng, kahodima leqhama la setipe. Ba tlama mefitshane ya mokgabiso wa sefuba ka mohala o moputswa, ba o tlamella mefitshaneng ya setipe, hore mokgabiso wa sefuba o tle o dule hodima leqhama, o se ke wa lokoloha setipeng, jwalokaha Morena a ne a laetse Moshe. Ba etsa seaparo se aparwang tlasa setipe, se entsweng ke selohi, ka lesela le leputswa feela. Lesoba la ho se kgetshemetsa hloohong le ne le le hare ho sona, jwaloka la molala wa baki ya mohlabani. Ho potoloha lesoba leo ho ne ho entswe lemeno le le phethang, hore lesoba le se ke la taboha. Lemenong la seaparo ba etsa dikgarenate ka lesela le leputswa, le le perese, le le lefubedu, le ka le entsweng ka lene, le loehileng. Ba etsa mangenengene a kgauta e hlwekileng, ba hokella mangenengene ao pakeng tsa dikgarenate, hodima lemeno la seaparo, ho potoloha; ke hore ho entswe lengenengene, ha nto etswa kgarenate, ho potoloha lemeno la seaparo sa ho sebeletsa, jwalokaha Morena a ne a laetse Moshe. Ba etsetsa Arone le bara ba hae diaparo tse fihlang maotong ka lesela la lene, le loehileng; le katiba ka lesela le jwalo, le dituku tsa bokgabane ka lesela le jwalo, le marikgwe ka lesela le jwalo, le loehileng. Ba etsa le leqhama ka lesela la lene, le loehileng, le ka lesela le leputswa, le le perese, le le lefubedu, le entsweng ke sehomi, jwalokaha Morena a ne a laetse Moshe. Ba etsa moqhaka o halalelang ka kgauta e hlwekileng, mme hodima wona ba ngola jwalokaha ho ngolwa setempe sa bopaki, ba re: MOHALALEDI WA MORENA. Hodima wona ba tlamella mohala o moputswa, ba rokella moqhaka phatleng ya katiba, jwalokaha Morena a ne a laetse Moshe. Yaba mosebetsi wa Leaho la Tente ya Morena, wa phethwa. Bana ba Iseraele ba ne ba entse tsohle ho ya kamoo Morena a neng a laetse kateng. Ba tlisetsa Moshe Leaho, le masela a le kwahelang, le tsohle tsa lona, le dihokelo tsa lona, le dithupa tsa lona, le maballo a lona, le ditshiya tsa lona, le ditshehetso tsa tsona. Ba tlisa le marulelo a matlalo a dipheleu a mmasa, le marulelo a matlalo a diqibi, le lesira le sireletsang areka. Ba tlisa le areka ya selekane, le mefeng ya yona, le sekwahelo sa tefelo ya sebe; le tafole, le dijana tsohle tsa yona, le bohobe bo halalelang; le sedulwana sa lebone sa kgauta e hlwekileng, mabone a sona a se a beilwe hantle; le tsohle tsa sona, le ole ya ho bonesa. Ba tlisa le aletare ya kgauta le ole e tlotsang, le mokubetso o monko o monate, le lesira la monyako wa Tente; le aletare ya lethose, le mokgabiso wa yona wa lethose o kang letlowa, le mefeng ya yona, le tsohle tsa yona, le sekotlolo sa ho itlhatswetsa, le sedulwana sa sona. Ba tlisa le masela a lepeletswang seotlwaneng, le ditshiya tsa wona, le ditshehetso tsa tsona; le lesira la monyako wa seotlwana, le mehala ya sona, le dimapo tsa sona, le tsohle tse sebediswang Leahong, Tenteng ya Morena. Ba tlisa diaparo tse lohilweng, tsa ho sebeletsa Sehalalelong, e leng diaparo tse halalelang tsa moprista Arone; le diaparo tsa bara ba hae ha ba sebeletsa e le baprista. Bana ba Iseraele ba ne ba entse mosebetsi wohle ho ya kamoo Morena a neng a laetse Moshe kateng. Yaba Moshe o hlahloba mosebetsi kaofela, mme a bona hore ba o phethile jwalokaha Morena a ne a laetse. Moshe a ba hlohonolofatsa. Morena a bua ho Moshe, a re: “Ka letsatsi la pele, la kgwedi ya pele, o tla hloma Leaho, Tente ya Morena. Ka ho lona o tla kenya areka ea Selekane, mme o kwahele areka eo ka lesira. O tla kenya tafole, o lokise tsohle tsa yona; o tlise le sedulwana sa lebone, o bee mabone a sona hodima sona. O bee le aletare ya kgauta, ya mokubetso, kapele ho areka ya selekane, ebe o lepeletsa lesira monyako wa Leaho. “O tla bea aletare ya setjheso kapele ho monyako wa Leaho, Tente ya Morena; ebe o bea sekotlolo seo ho itlhatswetswang ka ho sona pakeng tsa Tente ya Morena le aletare, o be o tshele metsi ka ho sona. O tla hlomela Tente eo ya Morena seotlwana ho potoloha, ebe o lepeletsa lesira la monyako wa seotlwana. “O tla nka ole e tlotsang, o tlotse Leaho le tsohle tse kahara lona, o le halaletse hammoho le tsohle tsa lona, mme le tla halalela. O tla tlotsa aletare ya setjheso, le tsohle tsa yona, o hlohonolofatse aletare, mme aletare e tla halalela ka ho fetisisa. O tla tlotsa sekotlolo se itlhatswetsang le sedulwana sa sona, ebe o a se halaletsa. “O tla atametsa Arone le bara ba hae haufi le monyako wa Tente ya Morena, ebe o ba hlatswa ka metsi. O tla apesa Arone diaparo tse halalelang, o mo tlotse, o mo halaletse, mme o tla ntshebeletsa e le moprista wa ka. O tla atametsa le bara ba hae, o ba apese diaparo tse fihlang maotong. O tla ba tlotsa jwalokaha o ile wa tlotsa ntata bona, mme ba tla ntshebeletsa e le baprista ba ka. Ho tlotsetswa boprista e tla ba ha mehla yohle, ho ya fihla ditloholong tsa bona.” Yaba Moshe o etsa tsohle ho ya kamoo Morena a neng a mo laetse kateng. Ka letsatsi la pele, la kgwedi ya pele, selemong sa bobedi, Leaho la hlongwa. Moshe a hloma Leaho, a bea ditshehetso tsa lona, a bea le dithupa tsa lona, a bea le maballo a lona, a hloma le ditshiya tsa lona. A kwahela Leaho ka masela, mme a bea marulelo hodima yona, jwalokaha Morena a ne a mo laetse. A nka matlapa a ngotsweng Molao, a a kenya ka arekeng, a kgwesa mefeng mahlakoreng a areka, mme a bea sekwahelo sa tefelo ya sebe hodima areka. A kenya areka kahara Leaho, a lepeletsa lesira le sireletsang areka ya selekane, jwalokaha Morena a ne a mo laetse. A bea tafole ka Tenteng ya Morena, ka lehlakoreng le ka leboya la Leaho, ka kwano ho lesira. Hodima yona a hlopha bohobe bo bewang kapele ho Morena, jwalokaha Morena a ne a mo laetse. A bea sedulwana sa lebone ka Tenteng ya Morena malebana le tafole, ka lehlakoreng le ba borwa la Leaho. A bea mabone kapele ho Morena, jwalokaha Morena a ne a mo laetse. A bea aletare ya kgauta ka Tenteng ya Morena, kapele ho lesira. A tjhesetsa mokubetso o monko o monate hodima yona, jwalokaha Morena a ne a mo laetse. A lepeletsa lesira la monyako wa Leaho. A bea aletare ya setjheso monyakong wa Leaho, Tente ya Morena, hodima yona a etsa sehlabelo sa setjheso, le nyehelo ya dijo, jwalokaha Morena a ne a mo laetse. A bea sekotlolo se itlhatswetsang pakeng tsa Tente ya Morena le aletare, mme ka ho sona a tshela metsi a ho itlhatswa. Bo-Moshe le Arone, le bara ba Arone, ba ne ba ye ba hlatswe maoto a bona, ba hatlele. Ha ba ne ba kena ka Tenteng ya Morena, leha ba atamela pela aletare, ba ne ba ye ba itlhatswe, jwalokaha Morena a ne a laetse Moshe. A hloma seotlwana ho potapota Leaho le aletare, a lepeletsa lesira la seotlwana. Yaba Moshe o phetha mosebetsi. Yaba leru le kgurumetsa Tente ya Morena, mme tlotla ya Morena ya tlala ka Leahong. Jwale Moshe a sitwa ho kena ka Tenteng ya Morena, hobane leru le ne le e kgurumeditse, mme tlotla ya Morena e tletse ka Leahong. Maetong wohle a bona, e ne e ye ere ha leru le phahama hodima Leaho, bana ba Iseraele ba tswele pele leetong la bona. Empa ha leru le ne le sa phahame, ba ne ba sa ke be ba tswele pele leetong la bona, ho fihlela mohla leru le ka phahamang. Motsheare leru la Morena le ne le eba hodima Leaho, mme bosiu mollo o ne o ye o be teng lerung, moo bana bohle ba Iseraele ba bonang, maetong wohle a bona. Morena a bitsa Moshe a le ka Tenteng ya Morena, a re: “Bua le bana ba Iseraele, o re ho bona: Ha e mong wa lona a tlisetsa Morena nyehelo ya phoofolo, e be e tswang mohlapeng wa hae wa dikgomo, kapa wa dinku. “ Haeba nyehelo ya hae ya setjheso e le kgomo e tswang mohlapeng wa hae hore e be setjheso, e be e tona, e se nang sepha. A e tlise monyakong wa Tente ya Morena, e le hore a tle a amohelehe ho Morena. A bee letsoho la hae hodima hlooho ya phoofolo ya sehlabelo sa setjheso, mme e tla ananelwa e le sehlabelo se tlosang dibe tsa hae. Pohwana ena a e hlabele kapele ho Morena. Baprista, e leng bara ba Arone, ba bee madi kapele ho Morena, ba nto foka mahlakore kaofela a mane a aletare e pela monyako wa Tente ka madi ao. A bue phoofolo ena ya setjheso, a e tshele; baprista, e leng bara ba Arone, ba bee mashala a tukang hodima aletare, ba nto bea patsi hodima wona. Ba bee ditho tsa phoofolo eo, le hlooho, le mohlehlo, hodima patsi e tukang, mollong o hodima aletare. Empa dikahare tsa yona le ditlhako tsa yona a di hlatswe ka metsi; moprista a tjhesetse sehlabelo sohle aletareng, e be sehlabelo sa setjheso, se monko o monate, se amohelehang ho Morena. “ Haeba nyehelo ya hae ya setjheso e le e tswang mohlapeng wa dinku kapa wa dipodi, hore e be setjheso, e be e tona, e se nang sepha. A e hlabele kapele ho Morena e le ka lehlakoreng la aletare le ka leboya. Baprista, e leng bara ba Arone, ba foke mahlakore wohle a mane a aletare ka madi a yona. Motho eo a e tshele, moprista a bee ditho tsa phoofolo eo, le hlooho le mohlehlo, hodima patsi e tukang, mollong o hodima aletare. Empa dikahare tsa yona le ditlhakwana tsa yona a di hlatswe ka metsi; moprista a tjhesetse sehlabelo sohle hodima aletare, e be sehlabelo sa setjheso, se monko o monate, se amohelehang ho Morena. “ Haeba nyehelo ya hae ya setjheso eo a nyehellang Morena ka yona, e le nonyana, e be leebanakgorwana kapa ledinyane la leeba. Moprista o tla le tlisa aletareng, a le sothe molala, a tjhesetse hlooho ya lona hodima aletare. Madi a lona a dutlisetswe lehlakoreng la aletare. A le hlothe masiba, a ntshe kila, tsena a di lahlele ka lehlakoreng la aletare le ka botjhabela, moo ho qhallwang molora teng. A tshware mapheo a lona, a le rale, feela a sa le kgekgethe; ebe moprista o le tjhesetsa hodima aletare, hodima patsi e tukang, e be sehlabelo sa setjheso, se monko o monate, se amohelehang ho Morena. “ Ha motho a tlisetsa Morena nyehelo ya koro, a e sile pele, e be phofo e thumisehileng. A tshele ole ya mohlwaare le mokubetso hodima yona, ebe o e tlisa ho baprista, e leng bara ba Arone. Moprista a nke phofo e thumisehileng ka seatla, le ole, le mokubetso kaofela, a di tjhesetse hodima aletare, e be kgopotso e hodima aletare; e be setjheso se monko o monate, se amohelehang ho Morena. Phofo ya nyehelo e setseng ke ya Arone le bara ba hae; ke nyehelo ya setjheso, e halalelang ka ho fetisisa, ya Morena. “ Ha o tlisa nyehelo ya bohobe bo phehilweng ka onto, e be ba dikuku tse sa lomoswang, tse entsweng ka phofo e thumisehileng, e dubilweng ka ole; kapa e be moqathane o tlotsitsweng ka ole ya mohlwaare. “ Haeba nyehelo ya hao e le ya bohobe bo besitsweng rosetereng, bo etswe ka phofo ya koro e thumisehileng, e dubilweng ka ole ya mohlwaare, bo se ke ba lomoswa. O bo rathele, ebe o tshela ole hodima bona; ke nyehelo ya phofo. “ Haeba nyehelo ya hao e le ya bohobe bo phehilweng ka pitsa, bo etswe ka phofo e thumisehileng, e dubilweng ka ole. Jwale o tlisetse Morena nyehelo ya phofu ya koro, e entsweng ka dintho tsena. O di nee moprista, yena a di ise aletareng. “ Moprista a nke bo bong ba bohobe, e le kgopotso, ebe o bo tjhesetsa hodima aletare; e be setjheso se monko o monate, se amohelehang ho Morena. Dijo tsa nyehelo tse setseng ke tsa Arone le bara ba hae; ke nyehelo ya setjheso, e halalelang ka ho fetisisa, e etsetswang Morena. “ Nyehelo efe le efe ya dijo, eo o e etsetsang Morena, e se ke ya lomoswa. O se ke wa tjhesa tomoso kapa mahe a dinotshi, e le setjheso se etsetswang Morena. O ka tlisetsa Morena nyehelo ya dilopotsiya tsa tse kotutsweng, empa o se ke wa e tjhesetsa hodima aletare, e le setjheso se monko o monate. Nyehelo e nngwe le e nngwe ya hao, ya dijo, o e noke ka letswai. Letswai, e leng selekane se pakeng tsa hao le Modimo wa hao, le se ke la eba siyo nyehelong ya hao ya dijo; dinyehelo tsohle tsa hao di nokwe. “ Ha o tlisetsa Morena nyehelo ya dilopotsiya tsa tse kotutsweng, o nyehele ka dilopotsiya tsa diqhome kapa tsa dijo. O di tlotse ka ole ya mohlwaare, mme o tshele mokubetso hodima nyehelo eo. Bakeng sa kgopotso, moprista o tla tjhesa e nngwe ya dijo tseo, le ole, le mokubetso kaofela, e le nyehelo ya setjheso se etsetswang Morena. “ Ha motho a nyehela ka sehlabelo sa teboho, se tswang mohlapeng wa hae wa dikgomo, ebang ke e tona kapa e tshehadi, o tla nyehella Morena ka yona e se na sepha. O tla bea letsoho la hae hodima hlooho ya phoofolo eo, a e hlabele monyakong wa Tente ya Morena. Baprista, e leng bara ba Arone, ba tla foka mahlakore wohle a mane a aletare, ka madi a yona. Sehlabelong sena sa teboho, seo e leng sa setjheso se etsetswang Morena, o tla nyehela ka mohlehlo, le ka mafura wohle a dikahare. Diphiyo tse pedi le tshotso ya tsona e mahlakoreng, le phapohane, e tla tloswa mmoho le diphiyo. Jwale bara ba Arone ba tla di tjhesetsa hodima aletare, e leng hodima patsi e tukang. Ke nyehelo ya setjheso se monko o monate, se amohelehang ho Morena. “ Haeba nyehelo ya hae ya sehlabelo sa teboho, se etsetswang Morena, e etswa mohlapeng wa dikgutshwane, ebang e tona kapa e tshehadi, o tla nyehela ka yona e se na sepha. Haeba motho a nyehela ka nku, o tla e tlisetsa Morena. O tla bea letsoho la hae hodima hlooho ya yona, mme a e hlabele kapele ho Tente ya Morena. Bara ba Arone ba tla foka mahlakore wohle a mane a aletare, ka madi a yona. Sehlabelong sena sa teboho, seo e leng sa setjheso se etsetswang Morena, o tla nyehela ka mafura a yona, le mafura wohle a mohatla o kgaoletsweng nkatapeng, le mohlehlo, le mafura wohle a dikahare. Diphiyo tse pedi le tshotso ya tsona e mahlakoreng, le phapohane, e tla tloswa mmoho le diphiyo. Jwale moprista o tla di tjhesetsa hodima aletare, e le setjheso sa dijo se nyehellwang Morena. “ Haeba motho a nyehela ka podi, o tla e tlisetsa Morena. O tla bea letsoho la hae hodima hlooho ya yona, a e hlabele kapele ho Tente ya Morena. Bara ba Arone ba tla foka mahlakore wohle a mane a aletare, ka madi a yona. O tla nyehela ka mohlehlo, le ka mafura wohle a dikahare, e le setjheso se etsetswang Morena. Diphiyo tse pedi le tshotso ya tsona e mahlakoreng, le phapohane, e tla tloswa mmoho le diphiyo. Jwale moprista o tla di tjhesetsa hodima aletare, e le nyehelo ya setjheso sa dijo, se monko o monate. Mafura wohle ke a Morena. “ E tla ba molao wa mehla yohle, melokong yohle ya lona, diahelong tsohle tsa lona, hore le se ke la ja mafura kapa bobete. ” Morena a bua ho Moshe, a re: “Bua le bana ba Iseraele, o re: Ha motho a etsa sebe, ka ho tlola o mong wa melao ya Morena, feela e se ka morero, ho etswe tjena: “ Haeba ya etsang sebe e le moprista ya tlotsitsweng, mme kahoo a dihela setjhaba sebeng, o tla tlisetsa Morena pohwana e se nang sepha, mme a etse sehlabelo ka baka la sebe sa hae. O tla tlisa pohwana ena monyakong wa Tente ya Morena kapele ho Morena, a bee letsoho la hae hodima hlooho ya yona, a e hlabele Morena. Moprista ya tlotsitsweng o tla nka a mang a madi a pohwana, a a ise ka Tenteng ya Morena. O tla ina monwana wa hae ka mading, a foke kapele ho Morena, le kapele ho lesira la Sehalalelo, ka makgetlo a supileng. Ka madi a setseng o tla tlotsa manaka a dihukung tsa aletare ya mokubetso, e kapele ho Morena, e ka Tenteng ya Morena. Madi a pohwana a setseng o tla a qhalla motheong wa aletare ya setjheso, e monyakong wa Tente ya Morena. O tla nka mafura wohle a pohwana ya nyehelo e tlosang sebe, le mohlehlo, le mafura a dikahare, le diphiyo tse pedi le tshotso ya tsona e ka mahlakoreng, le phapohane, a e tlose mmoho le diphiyo tse pedi. Moprista o tla nka mafura ana a a tjhesetse hodima aletare ya setjheso, jwalokaha a etsa ka mafura a pohwana e nyehelwang e le sehlabelo sa teboho. Empa letlalo la yona, le nama yohle ya yona, le hlooho ya yona, le ditlhako tsa yona, le dikahare tsa yona, le moswang wa yona, ke ho re pohwana yohle, tsena tsohle o tla di nkela kantle ho diahelo, sebakeng se hlwekileng, thotobolong, a di tjhesetse teng ka patsi, a di tjhesetse thotobolong. “ Haeba setjhaba sohle sa Iseraele se etsa sebe, feela e se ka morero, mme se sa tsebe hore se entse sebe, se tla ba molato ka ho tlola o mong wa melao ya Morena. Ha sebe sena se tsebahala, setjhaba se tla nyehela ka pohwana, e le nyehelo e tlosang sebe. E tla tliswa kapele ho Tente ya Morena. Baholo ba setjhaba ba tla bea matsoho a bona hodima hlooho ya pohwana, ba le kapele ho Morena, mme ba e hlabele kapele ho Morena. Moprista ya tlotsitsweng o tla isa a mang a madi a pohwana ka Tenteng ya Morena. O tla ina monwana wa hae ka mading, a foke kapele ho Morena, le kapele ho lesira, ka makgetlo a supileng. Ka madi a mang o tla tlotsa manaka a dihukung tsa aletare ya mokubetso, e kapele ho Morena, e ka Tenteng ya Morena. Madi a setseng o tla a qhalla motheong wa aletare ya setjheso, e monyakong wa Tente ya Morena. Jwale o tla nka mafura wohle a pohwana, mme a a tjhesetse aletareng. Pohwana ena o tla e etsa jwaloka pohwana e nyehelwang e le sehlabelo sa sebe; ka mokgwa o jwalo moprista a ba etsetse tefelo ya sebe, mme ba tla tshwarelwa. O tla ntshetsa pohwana kantle ho diahelo, a e tjhese, jwalokaha a ile a tjhesa pohwana ya pele. Ke nyehelo e tlosang sebe, e etsetswang setjhaba. “ Ha kgosana e etsa sebe, ka ho tlola o mong wa melao ya Morena Modimo wa hae, e se ka morero, e molato. Ha e elellwa sebe sena seo e se entseng, e tla tlisa nyehelo ya phooko, e se nang sepha. E tla bea letsoho la yona hodima hlooho ya phooko ena, mme e e hlabele kapele ho Morena, moo ho hlabelwang diphoofolo tsa setjheso teng. Ena ke nyehelo e tlosang sebe. Moprista o tla ina monwana wa hae mading a phoofolo ena, a tlotse manaka a dihukung tsa aletare ya setjheso, mme madi a setseng a a qhalle motheong wa aletare. Mafura wohle a yona o tla a tjhesetsa aletareng, jwalokaha a etsa ka mafura a phoofolo ya sehlabelo sa teboho. Ka mokgwa o jwalo moprista o tla etsetsa kgosana tefelo ya sebe sa yona mme e tla tshwarelwa. “ Ha e mong wa bafo, a etsa sebe e se ka morero, ka ho tlola o mong wa melao ya Morena, o molato. Ha a elellwa sebe sena seo a se entseng, o tla tlisa nyehelo ya podi ya sethole, e se nang sepha, ka baka la sebe sa hae. O tla bea letsoho la hae hodima hlooho ya podi eo, mme a e hlabele moo ho hlabelwang diphoofolo tsa nyehelo ya setjheso teng. Jwale moprista o tla ina monwana wa hae mading a phoofolo ena, a tlotse manaka a dihukung tsa aletare ya setjheso, mme madi wohle a setseng a a qhalle motheong wa aletare. O tla tlosa mafura wohle a yona jwalokaha ho tloswa mafura a phoofolo ya sehlabelo sa teboho, mme moprista a a tjhesetse aletareng e le sehlabelo se monko o monate, se amohelehang ho Morena. Moprista o tla mo etsetsa tefelo ka baka la sebe, mme motho eo o tla thwarelwa. “ Ha motho eo a tlisa konyana e le nyehelo e tlosang sebe, e be e tshehadi, e se nang sepha. O tla bea letsoho la hae hodima hlooho ya konyana eo, mme a e hlabele moo ho hlabelwang diphoofolo tsa nyehelo ya setjheso teng, e le nyehelo e tlosang sebe. Moprista o tla ina monwana wa hae mading a phoofolo eo, a tlotse manaka a dihuku tsa aletare ya setjheso, mme madi wohle a setseng a a qhalle motheong wa aletare. O tla tlosa mafura wohle a yona jwalokaha ho tloswa mafura a konyana ya sehlabelo sa nyehelo ya teboho, mme a a tjhesetse aletareng, hodima dinyehelo tse etsetswang Morena. Ka mokgwa o jwalo moprista o tla mo etsetsa tefelo ya sebe, mme motho eo o tla tshwarelwa. “ Ha motho a bitswa ka molao ho tla fana ka bopaki, mme a hana ho bolela seo a se boneng kapa seo a se tsebang, o molato. “ Ha motho a ama ntho e sa hlwekang, leha e se ka morero, e ka ba sefifi sa phoofolo, kapa sefifi sa kgomo, kapa sefifi sa sehahabi se sa hlwekang, kapa ntho eo a sa e bonang, mme eba o a silafala, o tla ba molato. “ Ha motho a ama motho ya sesila, e ka ba sesila sa mofuta ofe le ofe se mo silafaditseng, mme a sa tsebe, ha a elellwa o tla ba molato. “ Ha motho a hlapanyetsa bobe kapa botle a sa imamela hantle, e ka ba eng kapa eng eo a e hlapanyetsang, feela a sa tsebe, ha a elellwa o tla ba molato wa e nngwe ya dintho tsena. “ Ha motho a le molato wa e nngwe ya dintho tsena, o tla ipolela sebe sa hae. O tla tlisetsa Morena nyehelo ka baka le sebe seo a se entseng, e be kgutshwane, e tswang mohlapeng wa hae, nku e tshehadi kapa podi e tshehadi, e le nyehelo ya sebe. Moprista o tla etsetsa motho eo tefelo ya sebe sa hae. “ Empa ha motho a sitwa ho fumana nku kapa podi, o tla tlisetsa Morena nyehelo ya hae ya sebe seo a se entseng, ya maebanakgorwana a mabedi, kapa madinyane a mabedi a maeba, le leng e le la nyehelo ya sebe, le leng e le la nyehelo ya setjheso. O tla a tlisa ho moprista ya tla nyehela pele ka leebanakgorwana leo e leng la nyehelo ya sebe. O tla le sotha molala, empa ha a na ho le kgaola hlooho. O tla foka lebota la aletare ka madi a mang a nyehelo e tlosang sebe. Madi a setseng a tla dutlisetswa maotong a aletare. Ena ke nyehelo e tlosang sebe. Leebanakgorwana la bobedi o tla nyehela ka lona, ho ya ka molao wa setjheso. Ka mokgwa o jwalo moprista o tla mo etsetsa tefelo ka baka la sebe seo a se entseng, mme motho eo o tla tshwarelwa. “ Ha motho a sitwa ho ntsha maebanakgorwana a mabedi, kapa madinyane a mabedi a maeba, o tla tlisa phofo e thumisehileng e boima ba kilo e le nngwe, e le nyehelo e tlosang sebe. A se ke a ba a e tshela ka ole kapa ka mokubetso, hobane ke nyehelo e tlosang sebe. O tla e tlisa ho moprista, mme yena o tla e ngwatha ka seatla e le kgopotso, a e tjhesetse aletareng, hodima dinyehelo tsa setjheso, tsa Morena. Ke nyehelo e tlosang sebe. Ka mokgwa o jwalo moprista o tla mo etsetsa tefelo ya sebe sa hae, ho e nngwe ya dintho tsena, mme motho eo o tla tshwarelwa. Phofo e setseng e tla ba ya moprista, jwalokaha ho etswa ka nyehelo ya dijo. ” Morena a bua ho Moshe, a re: “Ha motho a etsa sebe e se ka morero, dinthong tse halalelang tsa Morena, o tla tlisetsa Morena nyehelo e tlosang molato, e be pheleu e se nang sepha, e tswang mohlapeng wa hae. Ke wena ya tla lekanya theko ya yona, e be silefera e boima ba dikeramo tse leshome le motso o le mong le halofo tse lekantsweng ka tekanyo e sebediswang ka Sehalalelong, bakeng sa nyehelo e tlosang molato. Hape o tla lefa tseo a itshietseng tsona tsa tse halalelang, a be a di eketse ka karolo tse mashome a mabedi ho tse lekgolo. A di nee moprista, mme moprista o tla mo etsetsa tefelo ya sebe ka pheleu ya nyehelo e tlosang molato, mme motho eo o tla tshwarelwa. “Ha motho a etsa sebe ka ho tlola o mong wa melao ya Morena e se ka morero, o molato, leha a ne a sa tsebe, o tla jara bokgopo ba hae. A tlisetse moprista pheleu e se nang sepha, e tswang mohlapeng wa hae, e le nyehelo e tlosang sebe. Theko ya yona e be e lekanngwang ke wena. Moprista o tla mo etsetsa tefelo ya sebe seo a se entseng e se ka morero, mme motho eo o tla tshwarelwa. Ke nyehelo e tlosang molato. Ruri motho eo o sitetswe Morena.” Morena a bua ho Moshe, a re: “Ha motho a etsa sebe, mme a sitelwa Morena ka ho qhekanyetsa wa habo ka ntho e neng e bolokilwe ho yena, kapa e beilweng paneng, kapa e adimilweng ka tumellano, kapa e utswitsweng, kapa eo a mo hanyapeditseng yona; kapa ere ha a fumane ntho e lahlehileng a etse bolotsana, a hlapanye ka leshano, hore ha a a ka a e fumana, motho ya etsang e nngwe ya tsena tsohle o etsa sebe. Ha motho a entse sebe, mme a fumanwa a le molato, o tla busetsa seo a se utswitseng, kapa seo a se fumaneng ka ho hanyapetsa, kapa ntho e neng e bolokilwe ho yena, kapa ntho e neng e lahlehile, eo a e fumaneng. Le ntho efe le efe eo a e hlapanyeditseng ka leshano, o tla e busetsa ka ho tlala, a be a eketse ka karolo tse mashome a mabedi ho tse lekgolo; a e nee mong a yona mohla a ipoletseng hore o molato. A tlisetse Morena nyehelo ya hae e tlosang molato. E be pheleu e se nang sepha, e tswang mohlapeng wa hae. Ke wena ya tla lekanya theko ya yona, e be yona nyehelo e tlosang molato, e tliswang ho moprista. Moprista o tla mo etsetsa tefelo ya sebe kapele ho Morena, mme o tla tshwarelwa tsohle tseo a di entseng ha a tla ba molato.” Morena a bua hape ho Moshe, a re: “Laela Arone le bara ba hae, o re: Ona ke molao wa sehlabelo sa setjheso. Sehlabelo sa setjheso se tla siuwa hodima leifo la aletare bosiu bohle, ho fihlela letsatsi la hosasane. Mollo o hodima aletare o nne o fepelwe. Moprista o tla apara seaparo sa hae se entsweng ka lene, a tene le borikgwe ba hae bo entsweng ka lesela la lene, ebe o ola molora o hodima aletare, moo mollo o tjheseditseng sehlabelo teng, a bee molora oo kathoko ho aletare. Jwale o tla hlobola diaparo tsa hae, a apare tse ding, ebe o ntshetsa molora oo kantle ho diahelo, o o isa sebakeng se hlwekileng. Mollo o hodima aletare o tla nne o fepelwe, o se ke wa tima. Hoseng ho hong le ho hong moprista o tla eketsa patsi mollong, a lokise sehlabelo sa setjheso hodima aletare, mme a tjhese mafura a mahlabelo a teboho. Mollo o tla nne o fepelwe hodima aletare, hore o se ke wa tima. “ Ona ke molao wa nyehelo ya dijo. Bara ba Arone ba tla tlisa nyehelo ena kapele ho Morena, kapela aletare. E mong wa bona o tla ngwatha phofo e thumisehileng, phofong ya nyehelo, a tlatse seatla; a nke le ole, le mokubetso wohle o hodima phofo ya nyehelo, ebe o di tjhesetsa hodima aletare, e be nyehelo e monko o monate, hore Morena a tle a ba hopole. Se setseng, se sa lomoswang, Arone le bara ba hae ba tla se jella sebakeng se halalelang. Ba tla se jella ka seotlwaneng sa Tente ya Morena. Se phehwe se sa lomoswa; ke ba file sona e le seabo sa bona se tswang sehlabelong sa ka sa setjheso. Se halalela ka ho fetisisa, jwaloka sehlabelo sa tshwarelo ya dibe le sa tefelo ya melato. E mong le e mong e motona wa bana ba Arone o tla se ja; ke taelo ya mehla yohle, melokong ya bona, bakeng sa mahlabelo a Morena a setjheso. Eng kapa eng e se amang e tla halalela. ” Morena a boela a bua ho Moshe, a re: “Ena ke nyehelo ya Arone le bara ba hae, eo ba tla nyehella Morena ka yona mohla Arone a tlotswang. E tla ba phofo e thumisehileng, e boima ba kilo e le nngwe, e le nyehelo ya mehla yohle. Hoseng e be halofo ya yona, mantsiboya e be halofo ya yona. E dujwe hantle ka ole, e phehwe ka pane, ebe e a tliswa. Ha e se e rathetswe, e tliswe e le nyehelo ya dijo, e monko o monate ho Morena. Mora wa Arone ya tla tlotswa hore e be moprista bakeng sa ntatae, le yena o tla nyehela jwalo. Nyehelo ena e tla tjhesetswa Morena kaofela. Ona ke molao wa mehla yohle. Nyehelo e nngwe le e nngwe ya dijo, ya moprista, e tla tjheswa kaofela, mme e ke ke ya jewa.” Morena a boela a bua ho Moshe hape, re: “Ere ho Arone le bara ba hae: Ona ke molao wa nyehelo ya ho tshwarelwa sebe. Moo phoofolo ya sehlabelo sa setjheso e hlabelwang teng, ke hona moo le phoofolo ya nyehelo ya ho tshwarelwa sebe e tla hlabelwa teng, kapele ho Morena. Ena ke nyehelo e halalelang ka ho fetisisa. Moprista ya etsang sehlabelo sa ho tshwarelwa sebe, o tla ja nama ya phoofolo eo. O tla e jella sebakeng se halalelang, ka seotlwaneng sa Tente ya Morena. Eng kapa eng e amang nama ya yona e tla halalela. Ha seaparo se ka qaphaletswa ke madi a yona, seaparo seo se qaphaleditsweng ke madi o se hlatswetse sebakeng se halalelang. Pitsa ya letsopa, e neng e phehile nama, eka kgona e pshatlwe, empa haeba e phehilwe ka pitsa ya tshepe, yona eka kgona e falwe, e hlatsuwe ka metsi. E mong le e mong e motona wa baprista o tla ja sehlabelo sena; se halalela ka ho fetisisa. Phoofolo ya sehlabelo sa ho tshwarelwa sebe, eo madi a yona a ileng a tliswa ka Tenteng ya Morena, ho tla etsa tefelo ya sebe ka Sehalalelong, ha e ka ke ya jewa. E tla tjheswa ka mollo. “ Ona ke molao wa nyehelo ya tefelo ya melato. E halalela ka ho fetisisa. Moo phoofolo ya sehlabelo sa setjheso e hlabelwang teng, le phoofolo ya nyehelo ya tefelo ya melato e tla hlabelwa teng; madi a yona a tla fokwa aletareng ho e potoloha. Ho tla nyehelwa ka mafura a yona wohle: mafura a mohatla, le mohlehlo. Diphiyo tse pedi, le tshotso ya tsona e mahlakoreng, le phapohane, e tla tloswa mmoho le diphiyo. Moprista o tla di tjhesetsa hodima aletare, e le nyehelo ya setjheso e etsetswang Morena. Ke nyehelo e tlosang sebe. E mong le e mong e motona wa baprista a ka ja nyehelo eo; a e jelle sebakeng se halalelang, hobane e halalela ka ho fetisisa. “ Molao wa sehlabelo sa ho tshwarelwa dibe, le wa nyehelo ya tefelo ya sebe o mong feela. Sehlabelo seo moprista a etsang tefelo ya sebe ka sona ke sa hae. Letlalo la phoofolo eo moprista a etsetsang motho sehlabelo sa setjheso ka yona, e tla ba la moprista eo. Nyehelo ya dijo, e phehilweng ka onto, le eohle e hadikilweng ka pane, kapa ka rosetere, e tla ba ya moprista ya etseditseng motho nyehelo ka yona. Nyehelo ya dijo, e dubilweng ka ole kapa e sa dujwang, e tla ba ya bara bohle ba Arone ka ho lekana. “ Ona ke molao wa sehlabelo sa teboho, seo motho a ka se etsetsang Morena. “ Ha sehlabelo e le sa teboho, motho a se tlise se ena le maqebekwane a sa lomoswang, a dubilweng ka ole; le moqathane o sa lomoswang, o tlotsitsweng ka ole; le dikuku tse entsweng ka phofo e thumisehileng, e dubilweng ka ole. O tla etsa nyehelo ya hae ka maqebekwane a sa lomoswang mmoho le phoofolo ya sehlabelo sa teboho. E nngwe ya dikuku tsa sehlabelo sena e tla nyehellwa Morena, ka ho e akgotsa. Ena e tla ba ya moprista ya fokang madi a diphoofolo tsa dinyehelo tsa teboho. Nama ya phoofolo ya sehlabelo sa nyehelo ya teboho e tla jewa hona mohla letsatsi leo la nyehelo; ho se ke ha ba e sielwang letsatsi la hosasane. “ Empa ha sehlabelo e le nyehelo ya boikano kapa ya boithaopo, se tla jewa mohla letsatsi la nyehelo, mme se ka salang se tla jewa ka letsatsi la hosasane. Nama ya sehlabelo, e ntseng e setse ka letsatsi la boraro, e tla tjheswa ka mollo. Haeba nama ya sehlabelo sa teboho e ka jewa ka letsatsi la boraro, ha e ka ke ya amoheleha, esita le monga yona e ke ke ya mo tswela molemo; e tla tadingwa e le manyala, mme ya e jang o tla ba molato. “ Nama e amang ntho e silafetseng ha e na ho jewa, e tla tjheswa ka mollo, empa bohle ba hlwekileng, nama ena ba ka e ja. Motho ya jang nama ya sehlabelo sa nyehelo ya teboho, e etseditsweng Morena, a le sesila, ya jwalo o tla kgaolwa setjhabeng sa habo. Hape, ha motho a ama ntho efe le efe e silafetseng, ebang ke motho ya silafetseng, kapa phoofolo, kapa ntho efe le efe e kgesehang, mme eba o ja sehlabelo sa nyehelo ya teboho, e etseditsweng Morena, motho eo le yena o tla kgaolwa setjhabeng sa habo. ” Morena a bua ho Moshe, a re: “Bua le bana ba Iseraele, o re: Mafura afe kapa afe, e ka ba a kgomo, kapa a nku, kapa a podi, le se ke la a ja. Mafura a phoofolo e itjhwellang feela, le mafura a phoofolo e harotsweng ke dibatana, wona a ka sebediswa mererong efe kapa efe, empa le se ke la ba la a ja. Mang le mang ya jang mafura a phoofolo eo motho a e nyehellang Morena e le setjheso, le yena motho eo o tla kgaolwa setjhabeng sa habo. Diahelong tsa lona tsohle le se ke la ba la ja bobete, e ka ba ba nonyana, kapa ba phoofolo. Motho ofe le ofe ya jang bobete bofe le bofe, le yena o tla kgaolwa setjhabeng sa habo. ” Morena a bua ho Moshe, a re: “Bua le bana ba Iseraele, o re: Motho ya nyehellang Morena sehlabelo sa hae sa teboho, o tla mo tlisetsa karolo ya sona e le nyehelo e kgethehileng. O tla tlisetsa Morena nyehelo ya setjheso ka matsoho a hae; o tla tlisa mafura le sefuba hore a tle a se akgotse kapele ho Morena, e le nyehelo e akgotswang. Moprista o tla tjhesetsa mafura ao hodima aletare, empa sefuba e tla ba sa Arone le bara ba hae. Sehlabelong sa hao, sa nyehelo ya teboho, o tla nea moprista serope sa tsoho le letona, e le nyehelo e akgotswang. E mong wa bara ba Arone, ya nyehelang ka madi le ka mafura a nyehelo ya teboho, yena seabo sa hae e tla ba serope sa tsoho le letona. Sehlabelong sa nyehelo ya teboho, ya bana ba Iseraele, ke nkile sefuba sa nyehelo e akgotswang, le serope sa nyehelo e phahamisetswang hodimo, ke di neile moprista Arone le bara ba hae; ke molao wa mehla yohle. ” Sena ke seabo sa Arone le bara ba hae, se tswang dinyehelong tsa setjheso sa Morena, seo ba se abetsweng ho tloha mohla ba halaletswang hore e be baprista ba Morena. Mohla Morena a ba tlotsang, o ne a laele bana ba Iseraele hore ba ba fe seabo sena, mme hona ke molao wa mehla yohle, wa meloko ya bona. Ona ke molao wa setjheso sa nyehelo ya dijo, le sa nyehelo e tlosang sebe, le sa nyehelo ya melato, le sa nyehelo ya kgalaletso, le sa sehlabelo sa nyehelo ya teboho. Tsena, Morena o ne a di laele Moshe ha a le thabeng ya Sinai, mohla a neng a laela bana ba Iseraele ho tlisetsa Morena dinyehelo tsa bona, ha ba le lehwatateng la Sinai. Morena a bua ho Moshe, a re: “Nka Arone le bara ba hae, le diaparo, le ole e tlotsang, le pohwana ya nyehelo e tlosang sebe, le dipheleu tse pedi, le seroto sa bohobe bo sa lomoswang. Jwale o kgobokanye phutheho yohle monyakong wa Tente ya Morena.” Moshe a etsa jwalokaha Morena a mo laetse. Ha phutheho yohle e se e bokane monyakong wa Tente ya Morena, Moshe a re ho yona: “Sena ke seo Morena a laetseng hore se etswe.” Jwale Moshe a tlisa Arone le bara ba hae, a ba hlatswa ka metsi. A apesa Arone seaparo se fihlang maotong, le setipe, a mo tlama ka leqhama. A mo apesa seaparo, a mo apesa le setipe, a mo tlama thekeng ka leqhama le tlamang setipe. A mo apesa mokgabiso wa sefuba, mme hodima wona a bea majwana a kgabisitsweng a Urime le Thumime. A mo rwesa katiba hloohong, mme a bea moqhaka wa kgauta o halalelang hodima karolo e kapele ya katiba eo, jwalokaha Morena a ne a laetse Moshe. Yaba Moshe o nka ole e tlotsang, o tlotsa Tente ya Morena, le tsohle tse neng di le ka ho yona, mme a di halaletsa. A foka hodima aletare ka ole, ka makgetlo a supileng; a foka le sekotlolo le sedulwana sa sona, hore di halalele. A tshela ole hodima hlooho ya Arone, a mo tlotsa hore a halalele. Jwale Moshe a tlisa bara ba Arone, a ba apesa diaparo tse fihlang maotong, mme a ba tlama ka maqhama, a ba rwesa dituku, jwalokaha Morena a ne a mo laetse. Jwale Moshe a tlisa pohwana ya nyehelo e tlosang sebe, mme Arone le bara ba hae ba bea matsoho a bona hodima hlooho ya pohwana ya nyehelo e tlosang dibe. Moshe a e hlaba, mme a qopetsa monwana wa hae ka mading, a tlotsa manaka a aletare ka madi ao, a e hlwekisa. Madi a mang a a tshollela motheong wa aletare, a e halaletsa, a e hlwekisa. A nka mohlehlo, le phapohane, le diphiyo tse pedi, le tshotso ya tsona, a di tjhesetsa hodima aletare. Pohwana ena, le letlalo la yona, le nama ya yona, le moswang wa yona, a di nka, a di tjhesetsa kantle ho diahelo, jwalokaha Morena a ne a mo laetse. Moshe a tlisa pheleu ya sehlabelo sa setjheso, mme Arone le bara ba hae ba bea matsoho a bona hodima hlooho ya yona. A e hlaba, mme ka madi a yona a foka aletare ho e potapota. Moshe a kgabela pheleu ena, mme a tjhesa hlooho ya yona, le ditho tsa yona, le mafura a yona. Dikahare le ditlhakwana a di hlatswa ka metsi, mme a tjhesetsa pheleu yohle hodima aletare. E ne e le nyehelo ya setjheso, e monko o monate, e amohelehang ho Morena, jwalokaha Morena a ne a mo laetse. Jwale Moshe a tlisa pheleu ya bobedi, e leng pheleu ya kgalaletso. Arone le bara ba hae ba bea matsoho a bona hodima hlooho ya yona. A e hlaba, mme a nka madi a mang a yona, a tlotsa ntlha ya tsebe ya Arone ya letsoho le letona, le monwana o moholo wa letsoho la hae le letona, le monwana o moholo wa leoto le letona. Moshe a tlisa bara ba Arone, a nka madi, mme ka wona a tlotsa dintlha tsa ditsebe tsa bona tsa matsoho a matona, le hodima menwana e metona ya matsoho a bona a matona; le hodima menwana e metona ya maoto a bona a matona. Ka madi a mang Moshe a foka aletare ho e potapota. Jwale a nka mafura a pheleu, le mafura a mohatla wa yona, le mohlehlo, le phapohane, le diphiyo tse pedi, le tshotso ya tsona, le serope sa letsoho le letona. Ka serotong sa bohobe bo sa lomoswang, bo neng bo le kapele ho Morena, a nka kuku e le nngwe e sa lomoswang, le leqebekwane le le leng le dubilweng ka ole, le moqathane o le mong, a di bea hodima mafura, hodima serope sa letsoho le letona. Tsena tsohle a di bea diatleng tsa Arone le diatleng tsa bara ba hae, mme Moshe a di akgotsa, e le nyehelo e akgoletswang Morena. Moshe a boela a di nka diatleng tsa bona, a di tjhesetsa hodima aletare, hodima nyehelo ya setjheso. E ne e le nyehelo ya kgalaletso, e monko o monate, e amohelehang ho Morena. Moshe a nka sefuba, a se akgotsa e le nyehelo e akgoletswang Morena. Ya eba seabo sa Moshe se tswang pheleung ya kgalaletso, jwalokaha Morena a ne a mo laetse. Jwale Moshe a nka ole a tlotsang, le a mang a madi a neng a le hodima aletare, mme ka wona a foka Arone le diaparo tsa hae, le bara ba hae, le diaparo tsa bona. Yaba o halaletsa Arone le diaparo tsa hae, le bara ba hae le diaparo tsa bona. Moshe a re ho Arone le ho bara ba hae: “Phehelang nama ena monyakong wa Tente ya Morena, mme le e jele moo, le bohobe bo ka serotong sa dinyehelo tsa kgalaletso, jwalokaha Morena a laetse, a re: Arone le bara ba hae ba tla di ja. Nama e setseng, le bohobe bo setseng, le tla di tjhesa ka mollo. Le qete matsatsi a supileng le sa tswe ka monyako wa Tente ya Morena, ho fihlela matsatsi a kgalaletso ya lona a fela, hobane le tla halaletswa ka matsatsi a supileng. Morena o laetse hore ho etswe se entsweng kajeno, hore le etsetswe tefelo ya sebe. Le tla hlola monyakong wa Tente ya Morena ka matsatsi a supileng, motsheare le bosiu, le etsa seo Morena a le laetseng sona, le tle le se ke la shwa, hobane ke laetswe jwalo ke Morena.” Arone le bara ba hae ba etsa tsohle tseo Morena a di laetseng Moshe. Ka letsatsi la borobedi Moshe a bitsa Arone le bara ba hae, le baholo ba Iseraele, a re ho Arone: “Nka pohwana ya nyehelo e tlosang sebe, le pheleu ya nyehelo ya setjheso, bobedi ba tsona di hloke sepha, o di nyehelle Morena. Ho bana ba Iseraele o re: Nkang phooko ya nyehelo e tlosang sebe, le pohwana le konyana, bobedi ba tsona di be le selemo, mme di hloke sepha, e be tsa nyehelo ya setjheso. Le nke le pholo le pheleu, tsa sehlabelo sa teboho, di hlabelwe Morena; le nke le nyehelo ya phofo e dubilweng ka ole, hobane kajeno Morena o tla iponahatsa ho lona. ” Ba tlisa kapele ho Tente ya Morena tseo Moshe a ba laetseng tsona. Phutheho yohle ya atamela, mme ya ema kapele ho Morena. Jwale Moshe a re: “Sena ke seo Morena a le laetseng ho se etsa, e le hore tlotla ya Morena e tle e bonahale ho lona.” Moshe a re ho Arone: “Atamela aletareng, o etse nyehelo ya hao e tlosang sebe, le nyehelo ya hao ya setjheso; o iketsetse tefelo ya sebe, o be o etsetse le setjhaba. O tlise nyehelo ya setjhaba, mme o se etsetse tefelo ya sebe, jwalokaha Morena a laetse.” Arone a atamela aletareng, mme a itlhabela pohwana ya nyehelo e tlosang sebe. Bara ba hae ba mo tlisetsa madi, mme a qopetsa monwana wa hae ka mading ao, a tlotsa manaka a aletare ka wona, mme a setseng a a qhalla motheong wa aletare. Mafura, le diphiyo, le phapohane, e leng tsa nyehelo e tlosang sebe, a di tjhesetsa hodima aletare, jwalokaha Morena a ne a laetse Moshe. Empa nama le letlalo a di tjhesetsa kantle ho diahelo. Arone a hlaba phoofolo ya nyehelo ya setjheso. Bara ba hae ba mo tlisetsa madi, mme ka wona a foka aletare ho e potapota. Ba mo tlisetsa ditho tsa nyehelo ya setjheso, le hlooho; tsena a di tjhesetsa hodima aletare. A hlatswa dikahare, le ditlhako, mme a di tjhesetsa hodima nyehelo ya setjheso, e hodima aletare. Jwale a tlisa sehlabelo sa setjheso sa setjhaba, a nka phooko ya setjheso, ya nyehelo ya setjhaba e tlosang sebe, a e hlaba, a etsa nyehelo e tlosang sebe ka yona, jwaloka ya pele. A tlisa nyehelo ya setjheso, mme a nyehela ka yona ho ya ka molao. A tlisa nyehelo ya phofo, a e ngwatha ka seatla, a e tjhesetsa hodima aletare, kathoko ho nyehelo ya setjheso seo a ileng a se etsa e sa le hosasa. Arone a hlaba pholo le pheleu, e le nyehelo ya setjhaba ya teboho. Bara ba Arone ba mo tlisetsa madi, mme ka wona a fika aletare ho e potapota. Mafura a pholo le a pheleu, mafura a mohatla, le mohlehlo, le tshotso ya diphiyo, le phapohane, tsena a di bea hodima difuba, mme a di tjhesetsa hodima aletare. Empa difuba le serope sa letsoho le letona Arone a di akgotsa pela Morena, e le nyehelo e akgotswang, jwalokaha Morena a ne a laetse Moshe. Jwale Arone a phahamisetsa matsoho a hae nqeng ya setjhaba, mme a se hlohonolofatsa. Hoba a etse nyehelo e tlosang sebe, le nyehelo ya setjheso, le nyehelo ya teboho, a theoha. Moshe le Arone ba kena ka Tenteng ya Morena. Yaba ba a tswa, ba hlohonolofatsa setjhaba, mme tlotla ya Morena ya bonahala ho setjhaba sohle. Mollo wa tswa ho Morena, wa tjhesa nyehelo ya setjheso, le mafura a hodima aletare. Ha setjhaba sohle se bona hona, sa howa ka thabo, mme sa itihela fatshe ka difahleho. Nadabe le Abihu, bara ba Arone, e mong le e mong a nka sekubetso sa hae, a kenya mollo ka ho sona, a tshela mokubetso hodima mollo, a nyehella Morena ka mollo o sa halaleleng, oo Morena a neng a sa mo laela wona. Yaba mollo o tswa ho Morena, wa ba tjhesa, mme ba shwela kapele ho Morena. Moshe a re ho Arone: “Sena ke seo Morena a neng a se bolela, ha a re: Ke tla bonahatsa ho halalela ha ka ho ba leng haufinyane le nna, mme ke tla tlotliswa kapele ho setjhaba sohle. ” Arone a kgutsa. Moshe a bitsa Mishaele le Elesafane, e leng bara ba Usiele, rangwana Arone, mme a re ho bona: “Atamelang, le tlose ditopo tsa bana bana babo lona mona, kapele ho Sehalalelo, le di ntshetse kantle ho diahelo.” Yaba ba a tla, ba di nkela kantle ho diahelo, di ntse di apere diaparo tsa tsona, jwalokaha Moshe a ne a laetse. Moshe a re ho Arone, le ho bara ba hae Eleasare le Itamare: “Le se ke la hlantholla moriri wa lona, kapa la hahola diaparo tsa lona, esere la shwa, mme Morena a halefela phutheho yohle. Empa bana babo lona, le ba ntlo yohle ya Iseraele, bona ba ka llela ho tjheswa hona ho entsweng ke mollo o hoteditsweng ke Morena. Le se ke la tswa monyakong wa Tente ya Morena, esere la shwa, hobane ole ya Morena e tlotsang e hodima dihlooho tsa lona.” Ba etsa kamoo Moshe a boletseng kateng. Morena a bua ho Arone, a re: “Ha le kena ka Tenteng ya Morena, wena, le bara ba hao, le se ke la nwa veine kapa jwala, esere la shwa. Ona e tla ba molao wa mehla yohle melokong ya lona. Ke ho re le tle le tsebe ho kgetholla tse halalelang ho tse sa halaleleng, le tse hlwekileng ho tse sa hlwekang; hape le rute bana ba Iseraele melao yohle eo Morena a ba boleletseng yona ka molomo wa Moshe.” Moshe a re ho Arone, le ho Eleasare, le ho Itamare, bara ba Arone ba neng ba ntse ba phela: “Nkang nyehelo ya phofo e setseng nyehelong ya setjheso sa Morena, le e je e sa lomoswa, le le pela aletare, hobane nyehelo eo e halalela ka ho fetisisa. Le e jelle sebakeng se halalelang, hobane ke seabo seo o se filweng, se filweng le bara ba hao, se tswang nyehelong ya setjheso ya Morena, kamoo ke laetsweng kateng. “Sefuba sa nyehelo e akgotswang, le serope sa nyehelo e phahamisetswang hodimo, le di jelle sebakeng se hlwekileng. Di jewe ke wena, le bara ba hao, le baradi ba hao, hobane ke seabo seo o se filweng, se filweng le bara ba hao, se tswang mahlabelong a nyehelo ya teboho ya bana ba Iseraele. Ba tlise serope sa nyehelo e phahamisetswang hodimo, le sefuba sa nyehelo e akgotswang, mmoho le nyehelo ya setjheso sa mafura, ho tla di akgotsa e le nyehelo e akgotswang kapele ho Morena. Tsena e tla ba tsa hao, le tsa bara ba hao, e be seabo sa hao sa mehla yohle, jwalokaha Morena a laetse.” Jwale Moshe a batla podi ya nyehelo e tlosang sebe, mme a fumana e tjhesitswe. A halefela Eleasare le Itamare, bara ba Arone ba neng ba ntse ba phela, a re: “Ke ka baka lang ha nyehelo e tlosang sebe le sa ka la e jella Sehalalelong, kaha e halalela ka ho fetisisa? Le e filwe hore e hlakole sebe sa phutheho, ka ho etsetsa phutheho eo tefelo ya sebe kapele ho Morena. Bonang, madi a podi eo ha a a ka a tliswa ka Sehalalelong! Le ne le tshwanela ebe le e jeletse Sehalalelong, jwalokaha ke le laetse.” Arone a re ho Moshe: “Bona, kajeno ba nyeheletse Morena ka nyehelo ya bona e tlosang sebe, le ka nyehelo ya bona ya setjheso, mme tsena ke tse etsahetseng ho nna. Haeba nka ja nyehelo e tlosang sebe kajeno, na hoo ho tla thabisa Morena?” Ha Moshe a utlwa hoo, a kgotsofala. Morena a bua ho Moshe le ho Arone, a re ho bona: “Buang le bana ba Iseraele, le re: Tsena ke diphoofolo tseo le ka di jang hara diphoofolo tsohle tse teng lefatsheng. Diphoofolo tsohle tse nang le dikgolana, tse thuisang, le ka di ja. “ Leha ho le jwalo, le se ke la ja tsena tse latelang, tse thuisang feela, kapa tse nang le dikgolana feela: kamele e a thuisa, empa ha e na dikgolana; ka baka leo, ho lona ha e a hlweka. Pela e a thuisa, empa ha e na dikgolana, ka baka lena ho lona ha e a hlweka. Mmutlanyana o a thuisa, empa ha o na dikgolana; ka baka leo, ho lona ha o a hlweka. Kolobe e na le dikgolana, empa ha e thuise; ka baka leo, ho lona ha e a hlweka. Le se ke la ja nama ya tsona, le se ke la ama le dififi tsa tsona; ho lona ha di a hlweka. “ Hara diphoofolo tse phelang ka metsing, le ka ja tse latelang: tsohle tse ka mawatleng kapa ka metsing a dinoka, tse nang le mapheo le mahehebu, le ka di ja. Empa hara dibopuwa tsohle tse holobang, kapa tse sesang ka metsing, e ka ba tse ka mawatleng kapa ka dinokeng, tsohle tse se nang mapheo kapa mahehebu, ho lona ke manyala. E tla ba manyala ho lona, mme nama ya tsona le se ke la e ja; ho lona le dififi tsa tsona e be manyala. Tsohle tse ka metsing, empa di se na mapheo le mahehebu, ho lona ke manyala. “ Hara dinonyana le tla ila tsena; ha le na ho di ja, hobane ke manyala: ntsu, le seodi, le letlaka; mmankgodi, le diphakwe ka mefuta ya tsona; mefuta ya makgwaba; mpshe, le kgohoyadira, le leholosiane, le mefuta ya diphakwe; sephookwana, le seinodi, le morubisi; makgohlo, le letata, le lenong; mokotatsie, le dikokolofitwe ka mefuta ya tsona, le moholodi, le mmankgane. “ Dikokwanyana tsohle tse fofang, tse tsamayang ka maoto a mane, ho lona ke manyala. Leha ho le jwalo, hara dikokwanyana tsohle tse nang le mapheo, tse tsamayang ka maoto a mane, le ka ja tse nang le monoto wa ho qothoma hodima lefatshe. Tsena le ka di ja: ditsie ka mefuta ya tsona, le bookgolane ka mefuta ya bona, le matjeketjane ka mefuta ya wona, le marutle ka mefuta ya wona. Empa dikokwanyana tsohle tse nang le maoto a mane ho lona ke manyala. “ Tsena di tla le silafatsa, mme mang kapa mang ya amang dififi tsa tsona o tla silafala ho fihlela ka phirimana. Mang kapa mang ya nkang dififi tsa tsona o tla hlatswa diaparo tsa hae, empa o tla sala a silafetse ho fihlela ka phirimana. “ Diphoofolo tsohle tse se nang dikgolana, kapa tse sa thuiseng, ha di a hlweka ho lona, mme ya di amang e tla ba o silafetse. Hara diphoofolo tsohle tse maoto a mane, tse hatang ka maro, ho lona ha di a hlweka, mme ya di amang o tla sala a silafetse ho fihlela ka phirimana. Ya nkang dififi tsa tsona o tla hlatswa diaparo tsa hae, empa o tla sala a silafetse ho fihlela ka phirimana. “ Hara diphoofolo tse tsamayang hodima lefatshe, ho lona tsena ha di a hlweka: sele, le tweba, le bommampharwane ka mefuta ya bona; mmankgweshepe, le mokgodutswane, le phathakalle, le polo, le lempetje. Hara diphoofolo tsohle tse tsamayang, tsena ho lona ha di a hlweka. Mang kapa mang ya di amang ha di shwele o tla sala a silafetse ho fihlela ka phirimana. Ntho e nngwe le e nngwe eo di welang hodima yona ha di shwele e tla ba e silafetse; e ka ba sejana se entsweng ka lehong, kapa diaparo, kapa letlalo, kapa mokotla. Ntho e nngwe le e nngwe e sebediswang e tla hlatsuwa ka metsi, empa e tla sala e silafetse ho fihlela ka phirimana, mme kamora moo e tla hlweka. Sejana se seng le se seng sa letsopa, seo e nngwe ya tsona e welang kahara sona, tsohle tse ka ho sona di tla silafala, mme sejana seo eka kgona le se pshatle. Dijo tsohle tse ka ho sona tse ka jewang, ha di ka tshwelwa ka metsi ao, di tla silafala, le tsohle tse ka nowang, tse ka sejaneng seo, di tla silafala. Ntho efe le efe eo ho hong ha dififi tsa tsona ho welang hodima yona e tla silafala; haeba e le onto kapa mohaolwana, eka kgona di pshatlwe. Di silafetse, mme le ho lona e tla ba di silafetse. Leha ho le jwalo, sediba kapa morifi o kgakeletsang metsi, tsena ha di na ho silafala, empa ya amang dififi tsena yena o a silafala. Haeba ho hong ha sefifi sena ho ka wela hodima peo ya mofuta ofe kapa ofe, peo eo ha e silafele, empa haeba peo eo e kolobile, mme ho hong ha sefifi ho wela hodima yona, peo eo ho lona hae e a hlweka. “ Haeba e nngwe ya diphoofolo tseo le jang nama ya tsona e itjhwella feela, mang kapa mang ya amang sefifi sa yona o tla silafala ho fihlela ka phirimana. Mang kapa mang ya jang nama ya phoofolo e shweleng, o tla hlatswa diaparo tsa hae, empa o tla sala a silafetse ho fihlela ka phirimama. Ya tlosang sefifi sa yona o tla hlatswa diaparo tsa hae, empa o tla sala a silafetse ho fihlela ka phirimana. “ Tsohle tse hahabang hodima lefatshe ke manyala, mme di ke ke tsa jewa. Tsohle tse holobang ka mpa, le tsohle tse tsamayang ka maoto a mane, le tsohle tse nang le maoto a mangata hara tse hahabang hodima lefatshe, tse jwalo le se ke la di ja, hobane ke manyala. Le se ke la silafatsa meya ya lona ka tsohle tse hahabang, mme le se ke la itshilafatsa ka tsona. Ke nna Morena, Modimo wa lona; ka baka leo, le ikgalaletse, mme le tla halalela. Kahoo le se ke la itshilafatsa ka eng le eng e hahabang hodima lefatshe. Ke nna Morena ya le nyolotseng naheng ya Egepeta, hore ke be Modimo wa lona; ka baka leo, le tla halalela, hobane ke a halalela. “ Ona ke molao wa diphoofolo, le wa dinonyana, le wa dibopuwa tsohle tse phelang, tse tsamayang kahara metsi, le wa dibopuwa tsohle tse hahabang hodima lefatshe. Le kgetholle tse sa hlwekang ho tse hlwekileng, le diphoofolo tse phelang, tse ka jewang le tse ke keng tsa jewa. ” Morena a bua ho Moshe, a re: “Bolella bana ba Iseraele, o re: Ha mosadi a ithwala, mme a beleha ngwana wa moshanyana, o tla ba sesila ka matsatsi a supileng, jwalokaha a ile dinakong tsa hae. Ka letsatsi la borobedi ngwana o tla bolotswa ka ho pongwa leeko. Jwale mosadi enwa o tla dula matsatsi a mashome a mararo a itlhwekisa lehatlelo la hae; a se ke a ama letho le halalelang, leha e le ho kena ka Sehalalelong, ho fihlela matsatsi a ho itlhwekisa ha hae a fela. Empa ha a ka beleha ngwana wa ngwanana, o tla dula dibeke tse pedi a le sesila, jwalokaha a ile dinakong tsa hae, mme o tla dula matsatsi a mashome a tsheletseng a itlhwekisa lehatlelo la hae. “ Hoba a belehe ngwana wa moshanyana kapa wa ngwanana, ha matsatsi a hae a ho itlhwekisa a fedile, o tla tlisa ho moprista, monyakong wa Tente ya Morena, konyana e nang le selemo, e le nyehelo ya setjheso, le ledinyane la leebana kapa leebanakgorwana, e le nyehelo e tlosang sebe. Moprista o tla nyehella Morena ka tsona, a mo etsetse tefelo ya sebe, mme jwale o tla hlweka lehatlelong la hae. Ona ke molao wa motswetse ya belehang ngwana wa moshanyana kapa wa ngwanana. “ Empa ha a ka hloka konyana, o tla nka maebanakgorwana a mabedi, kapa maeba a mabedi, le leng e be la nyehelo ya setjheso, le leng e be la nyehelo e tlosang sebe. Moprista o tla mo etsetsa tefelo ya sebe, mme o tla hlweka hape. ” Morena a bua ho Moshe le ho Arone, a re: “Ha motho a ka tswa lekukuma, kapa lekgopho, kapa setlapedi, mme ho bonahala eka hona ho tla iketsa lepera mmeleng wa hae, o tla tliswa ho moprista Arone, kapa ho e mong wa bara ba hae, bao e leng baprista. Moprista o tla hlahloba lefu lena le mmeleng wa motho eo. Ha a bona hore mohwete o sweufetse, mme setlapedi sena se phobetse, hoo kelefu la lepera. Ha moprista a se a mo hlahlobile o tla phatlalatsa hore motho eo o sesila. Empa haeba setlapedi sena se sa phobela, mme mohwete o hodima sona o sa sweufala, moprista o tla etsa hore motho eo a dule a le mong ka matsatsi a supileng. Ka letsatsi la bosupa moprista o tla boela a mo hlahloba, mme ha a bona hore lefu ha le tswele pele, moprista o tla boela a etsa hore motho eo a se ke a dula le batho ba bang ka matsatsi a supileng. Ka letsatsi la bosupa moprista o tla boela a mo hlahloba kgetlo la bobedi, mme ha a bona hore setlapedi se a fola, ha se anele mmele, moprista o tla phatlalatsa hore o hlwekile, ke lekgopho feela. Motho eo o tla hlatswa diaparo tsa hae, mme o tla hlweka. Haeba lekgopho le bonahala hore le anela mmele, kamora hore motho enwa a itlhahise kapele ho moprista, hore a hlwekiswe, motho eo o tla boela a itlhahisa ho moprista kgetlo la bobedi. Moprista o tla boela a mo hlahloba, mme haeba lekgopho lena le bonahala le ntse le anela mmele, moprista o tla phatlalatsa hore motho eo o sesila, hona ke lefu la lepera. “Ha motho a tshwerwe ke lefu la lepera, o tla tliswa ho moprista. Moprista o tla mo hlahloba, mme haeba ho ena le lekukuma le lesweu, le sweufaditse mohwete, mme lekukuma le etsa sebebe, eba ke lefu la lepera le sa foleng, moprista o tla phatlalatsa hore motho eo o sesila. Ha a ka ke a mo kwalla, hobane o se a ntse a le sesila. “Haeba lepera le anela mmele wohle, ho tloha hloohong ho isa maotong, le mmeleng wohle kamoo moprista a bonang kateng, moprista o tla mo hlahloba, mme haeba lepera le anetse mmele wohle o tla phatlalatsa hore motho eo o hlwekile, mmele wa hae o sweufetse, mme o hlwekile. Empa mohla ho hlahang sebebe, o tla ba sesila. Moprista o tla hlahloba sebebe, a phatlalatse hore motho eo o seila. Sebebe sena se sa hlwekang ke lefu la lepera. Empa haeba sebebe se fetoha, se sweufala hape, motho eo a ye ho moprista hape. Moprista o tla mo hlahloba, mme ha a fumana sebebe se sweufetse, o tla phatlalatsa hore lefu leo le fodile, motho eo o hlwekile. “Ha motho a etswa lethopa mmeleng wa hae, leo kamora hore le fole, le siyang kgoho e tshweu e kokomohileng, kapa lebadi le benyang le bofubedu bo bosweu, motho eo o tla itlhahisa ho moprista. Moprista o tla le hlahloba, mme haeba lebadi leo le bonahala le phobetse, mohwete wa lona o sweufetse, moprista o tla phatlalatsa hore motho eo o sesila. Ke lefu la lepera le qalehileng ka mokgwa wa lethopa. Empa ha moprista a mo hlahloba, mme a fumana hore ha ho mohwete o sweufetseng, kapa letlalo le phobetseng, empa lethopa le a fola, moprista o tla etsa hore motho eo a dule a le mong ka matsatsi a supileng. Haeba lefu lena le anela mmele, moprista o tla phatlalatsa hore motho eo o sesila, o na le lepera. Empa heaba lebadi leo le le bofubedu bo benyang, le sa anela mmele wohle, hoo ke lebadi la lethopa, moprista o tla phatlalatsa hore motho eo o hlwekile. “Haeba motho a ena le sepatlo sa ho tjha, mme mollo ona o etswa, o etsa lebadi le lefubedu kapa le lesweu, moprista o tla hlahloba motho eo. Haeba mohwete o sepatlong o sweufetse, mme ho bonahala ho phobetse, hoo ke lefu la lepera, le qalehileng ka ho tjheswa ke mollo. Moprista o tla phatlalatsa hore motho eo o sesila. Ke lefu la lepera. Empa ha moprista a mo hlahloba, mme a fumana hore ha ho mohwete o sweufetseng lebading leo le benyang, kapa ha ho letlalo le phobetseng, feela lethopa le fola, moprista o tla etsa hore motho eo a dule a le mong ka matsatsi a supileng. Ka letsatsi la bosupa moprista o tla mo hlahloba; haeba lefu lena le anela mmele, moprista o tla phatlalatsa hore motho eo o sesila; hoo ke lefu la lepera. Empa haeba leqebeng leo ho sala lebadi le bofubedu bo benyang, le sa anelang mmele wohle, empa leqeba leo le fola, hoo ke lebadi la ho tjheswa ke mollo. “Haeba monna kapa mosadi a ena le seso hloohong kapa seledung, moprista o tla mo hlahloba. Ha a fumana hore se phobetse, mohwete o mosesanyane, o mosehlanyana, moprista o tla phatlalatsa hore motho eo o sesila; hoo ke lefu la mmokwana, ke lepera le tswang motho hloohong kapa seledung. Ha moprista a hlahloba lefu lena la mmokwana, mme ho bonahala hore letlalo ha le a phobela, ho se na le moriri o motsho, moprista o tla etsa hore motho enwa ya tshwerweng ke lefu la mmokwana a dule a le mong ka matsatsi a supileng. Ka letsatsi la bosupa moprista o tla hlahloba lefu leo, mme haeba lefu lena la mmokwana le sa anela mmele, mme ho se na mohwete o mosehlanyana, ho bonahala hore mmokwana ha o a phobela, motho eo o tla beolwa, empa moo mmokwana o entseng lebadi ho se ke ha beolwa. Moprista o tla etsa hore motho eo ya tshwerweng ke lefu lena a dule a le mong ka matsatsi a supileng. Ka letsatsi la bosupa moprista o tla hlahloba lefu lena la mmokwana; haeba le sa anela mmele, mme ho bonahala hore ha le a phobela, moprista o tla phatlalatsa hore motho eo o hlwekile. Motho eo o tla hlatswa diaparo tsa hae, mme a tla ba o hlwekile. Empa haeba lefu lena la mmokwana le anela mmele kamora hore ho phatlalatswe hore motho eo o hlwekile, moprista o tla mo hlahloba, mme haeba lefu leo la mmokwana le anetse mmele, ha ho hlokahale hore moprista a hlahlobe hore na ho na le mohwete o mosehlanyana; motho eo o sesila. Empa haeba ho bonahala hore lefu lena ha le tswele pele, mme mohwete o motsho o metse teng, lefu lena la mmokwana le fodile. Motho eo o hlwekile, mme moprista o tla phatlalatsa hore motho eo o hlwekile. “Haeba monna kapa mosadi a ena le mabadi a masweunyana a benyang, moprista o tla a hlahloba. Haeba mabadi ana a benyang, a mmeleng a le bosweunyana bo fifetseng, mme a supa hore a a nyamela, e tla ba ke lekgophonyana feela; motho eo o hlwekile. “Ha motho a foforeha moriri hloohong, o na le lefatla; o hlwekile. Haeba motho a foforeha moriri phatleng, o na le lefatla phatleng, o hlwekile. Ha motho enwa a eba le ditlapedi hodima lefatla le hara hlooho, kapa phatleng, hoo ke lepera le tswang hloohong, kapa phatleng. Moprista o tla mo hlahloba, mme haeba hodima lefatla le hloohong kapa phatleng, ho ena le ditlapedi tse bofubedu bo bosweu, tse tshwanang le tsa lepera le bang teng mmeleng, motho eo o na le lepera; o sesila. Moprista o tla phatlalatsa hore motho eo o na le sesila, o na le lepera le tswileng hloohong. “Motho ya nang le lepera o tshwanetse ho apara diaparo tse maharaswa, moriri wa hae o hlanthollehe, a kwahele molomo o kahodimo, mme a howe, a re: Ke na le sesila! Ke na le sesila! Ha a ntse a tshwerwe ke lefu lena, o tla ba le sesila, hobane ruri o sesila. O tla dula a le mong kantle ho diahelo. “Haeba seaparo se ena le lefu la lepera, e ka ba seaparo sa boya, kapa sa lesela la lene, kapa se entsweng ka lene, kapa boya, kapa eng le eng e entsweng ka letlalo, mme seaparong sena se entsweng ka letlalo, kapa se entsweng ka lesela la lene, kapa ka boya, kapa seaparong sefe le sefe se entsweng ka letlalo, ho ena le botalanyana kapa bofubedunyana ba lefu lena, hoo ke lefu la lepera, mme le tla bontshwa moprista. Moprista o tla hlahloba lefu lena, mme phahlo e nang le lefu lena e tla tloswa ho tse ding ka matsatsi a supileng. Ka letsatsi la bosupa moprista o tla boela a hlahloba seaparo seo. Haeba lefu lena le anetse seaparo, kapa lesela la lene, kapa le lohilweng ka boya, kapa letlalo le sebediswang mosebetsing ofe kapa ofe, hoo ke lepera le tshwaetsang, mme seaparo seo se sesila. Moprista o tla tjhesa seaparo sena sa lesela la lene, kapa se lohilweng ka boya, kapa phahlo efe le efe e entsweng ka letlalo, e nang le lefu lena. Ke lepera le tshwaetsang. Seaparo seo se tla tjheswa ka mollo. “Ha moprista a hlahloba seaparo sena se entsweng ka lene, kapa se lohilweng ka boya, kapa phahlo efe le efe e entsweng ke letlalo, mme a bona hore lefu lena ha le a se anela, o tla laela hore ho hlatsuwe ntho eo e nang le lefu lena, mme a boele a tlose seaparo seo diaparong tse ding kgetlo la bobedi ka matsatsi a supileng. Ha se se se hlatswitswe, moprista o tla se hlahloba, mme ha a fumana hore ha ho na phetoho, le hoja lefu le sa anela seaparo, phahlo eo e sesila. E tjheswe ka mollo, e sesila kahohle. “Ha seaparo se se se hlatswitswe, mme moprista a bona hore lefu lena le fodile, o tla tabola karolo ya seaparo e nang le lefu, e ka ba se entsweng ka letlalo, kapa ka lesela la lene, kapa se lohilweng ka boya. Ha lefu lena le boela le hlaha hape seaparong sa lesela la lene, kapa se lohilweng ka boya, kapa phahlong efe le efe e entsweng ka letlalo, lefu leo le ntse le le matla; seaparo se nang le lefu lena se tjheswe ka mollo. Ha seaparo sa lesela la lene, kapa se lohilweng ka boya, kapa phahlo efe le efe e entsweng ka letlalo, e se e hlatswitswe, mme lefu le nyamela ho yona, e tla hlatsuwa kgetlo la bobedi, mme e tla ba e hlwekile.” Ona ke molao wa lefu la lepera le seaparong se lohilweng ka boya, kapa sa lesela la lene, kapa phahlong efe le efe e entseng ka letlalo, ho bona hore na e hlwekile kapa e sesila. Morena a bua ho Moshe, a re: “Ona e tla ba molao wa molepera, mohla a hlwekiswang. O tla tliswa ho moprista. Moprista o tla tswela kantle ho diahelo, a mo hlahlobe. Haeba lefu la lepera le fodile, moprista o tla laela hore ya tlilo hlwekiswa a tlise dinonyana tse pedi, tse phelang, tse hlwekileng; thupa ya kedare, le kgwele e kgubedu, le lehlaku la hisopa. Moprista o tla mo laela hore e nngwe ya dinonyana e bolaelwe ka sejaneng sa letsopa, se nang le metsi a sa tswa kguwa sedibeng. Moprista o tla nka nonyana e phelang, le thupa ya kedare, le kgwele e kgubedu, le lehlaku la hisopa, a di ine kaofela ka mading a nonyana e ileng ya bolawa. Moprista o tla foka motho eo ya hlwekiswang hasupa. O tla phatlalatsa hore motho eo o hlwekile. O tla tlohela nonyana e phelang hore e fofele naheng. “Motho enwa ya tlilo hlwekiswa o tla hlatswa diaparo tsa hae, a beole moriri wa hae kaofela, a tolle ka metsing, jwale e tla ba o hlwekile. Kamorao ho mona a ka kena ka diahelong, empa o tla dula kantle ho tente ya hae ka matsatsi a supileng. Ka letsatsi la bosupa o tla beola moriri wa hae kaofela, le ditedu tsa hae, le dintshi tsa hae, le moriri wohle wa hae. O tla hlatswa le diaparo tsa hae, a tolle ka metsing; jwale e tla ba o hlwekile. “Ka letsatsi la borobedi o tla nka dikonyana tse pedi, tse tona, tse se nang sepha; le konyana ya sethojana e nang le selemo, e se nang sepha; le phofo e thumisehileng, e boima ba dikilo tse tharo, e dubilweng ka ole, e le nyehelo ya phofo; le ole e ka etsang halofo ya lethara. Moprista ya etsang tshebeletso ya tlhwekiso o tla emisa motho eo ya hlwekiswang, mmoho le dinyehelo tsena tsohle, monyakong wa Tente ya Morena, kapele ho Morena. “Moprista o tla nka e nngwe ya dikonyana tse tona, a nyehele ka yona, e le nyehelo e tlosang molato, hammoho le ole e ka etsang halofo ya lethara; a di akgotse e le nyehelo e akgoletswang Morena. Konyana e tona o tla e hlabela Sehalalelong, moo ho hlabelwang diphoofolo tsa nyehelo ya tefelo ya sebe, le tsa nyehelo ya setjheso. Nyehelo ya tefelo ya sebe, jwaloka nyehelo e tlosang sebe, ke ya moprista, mme e halalela ka ho fetisisa. Moprista o tla nka madi a mang a nyehelo e tlosang molato, mme ka wona a tlotse ntlha ya tsebe ya letsoho le letona ya motho eo ya tlilo hlwekiswa, le monwana o motona wa letsoho la hae le letona, le monwana o motona wa leoto la letsoho le letona. Moprista o tla nka ole e ka etsang halofa ya lethara, a e qapiletse kahara seatla sa letsoho la hae le letshehadi; a ine monwana wa hae wa bosupa ka oleng eo, mme ka yona a foke hasupa kapele ho Morena. Ka ole e setseng ka seatleng sa hae, moprista o tla tlotsa ntlha ya tsebe ya letsoho le letona ya motho ya tlilo hlwekiswa, le monwana o motona wa letsoho la hae le letona, le monwana o motona wa leoto la hae la letsoho le letona, a tlotse hodima madi a phoofolo ya nyehelo e tlosang molato. Ka ole yohle e setseng ka seatleng sa hae, o tla tlotsa hlooho ya motho eo ya hlwekiswang. Moprista o tla etsetsa motho eo tefelo ya sebe ho Morena. “Moprista o tla nyehela ka nyehelo e tlosang sebe, a etsetse motho eo ya hlwekiswang tefelo ya sebe, ka baka la ho se hlweke ha hae. Kamora mona o tla hlaba phoofolo ya nyehelo ya setjheso. Moprista o tla nyehela ka nyehelo ya setjheso, le ka nyehelo ya phofo hodima aletare. O tla etsetsa motho eo tefelo ya sebe, mme e tla ba o hlwekile. “Motho ha a futsanehile, mme a sitwa ho ntsha ho lokelang, o tla nka konyana e le nngwe e tona, hore e be nyehelo e tlosang molato, e be e sebediswe e le nyehelo e akgotswang ka baka la tefelo ya sebe sa hae; a nke le phofo e thumisehileng, e boima ba kilo e le nngwe, e budilweng ka ole, e le nyehelo ya phofo; le ole e ka etsang halofo ya lethara. A nke le maebanakgorwana a mabedi, kapa madinyane a mabedi a maeba, ao a ka a fumanang. Le leng e tla ba la nyehelo e tlosang sebe, mme le leng e be la nyehelo ya setjheso. “Ka letsatsi la borobedi o tla tlisa tsena ho moprista, monyakong wa Tente ya Morena, kapele ho Morena, ka baka la ho hlwekiswa ha hae. Moprista o tla nka konyana ya nyehelo e tlosang molato, le ole e ka etsang halofo ya lethara, a di akgotse e le nyehelo e akgotswang kapele ho Morena. O tla hlaba konyana ya nyehelo e tlosang molato, a nke a mang a madi a yona, mme ka wona a tlotse ntlha ya tsebe ya letsoho le letona la motho ya hlwekiswang, le monwana o motona wa letsoho la hae le letona, le monwana o motona wa leoto la hae le letona. Moprista o tla qapiletsa ole ka seatleng sa letsoho la hae le letshehadi, mme ka monwana wa bosupa wa letsoho la hae le letona a foke ka ole eo hasupa kapele ho Morena. Ka ole e nngwe e ka seatleng sa hae, moprista o tla tlotsa ntlha ya tsebe ya letsoho le letona ya motho eo ya hlwekiswang, le monwana o motona wa letsoho la hae le letona, le monwana o motona wa leoto la letsoho la hae le letona; a tlotse hodima madi a phoofolo ya nyehelo e tlosang molato. Ka ole yohle e setseng ka seatleng sa hae, moprista o tla tlotsa hlooho ya motho eo ya hlwekiswang, hore a mo etsetse tefelo ya sebe ho Morena. Ka maebanakgorwana ao a mabedi, kapa ka madinyane a mabedi a maeba, ao motho a tsebileng ho a fumana, moprista o tla etsa nyehelo e tlosang sebe ka le leng, mme ka le leng a etse nyehelo ya setjheso, a be a etse le nyehelo ya phofo. Moprista o tla etsetsa motho eo ya hlwekisitsweng tefelo ya sebe ho Morena. Ona ke molao o etseditsweng motho ya tswileng lepera, ya sitwang ho fumana tse hlokwang hore a hlwekiswe.” Morena a bua ho Moshe le ho Arone, a re: “Ha le fihla naheng ya Kanana, eo ke le neang yona hore e be ya lona, haeba nka otla ntlo, eo le tla aha ho yona, ka lepera, mong a ntlo eo o tla tla ho tsebisa moprista, a re: Ho bonahala eka lelapa la ka le na le mofuta o itseng wa lefu. Moprista o tla laela hore ho ntshwe tsohle tse ka tlung eo, pele a ka kena ka ho yona ho ya hlahloba lefu leo, esere tsohle tse ka tlung tsa ba le sesila. Kamora moo, moprista o tla tla ho hlahloba ntlo. Ha moprista a e hlahloba, mme a fumana hore maboteng a ntlo ho na le matheba a matala kapa a mafubedu a lefu leo, a phobetseng ho feta lebota, moprista o tla tswa ka tlung eo, mme a e kwale ka matsatsi a supileng. Ka letsatsi la bosupa moprista o tla kgutlela teng ho ya hlahloba ntlo eo hape. Haeba a fumana hore lefu leo le anetse mabota a ntlo, o tla laela hore majwe ao a nang le lefu leo a qhebollwe, a lahlelwe sebakeng se ditshila, se kantle ho motse. Bokahare bohle ba ntlo bo tla thebolwa, mme mobu o thebotsweng o qhallwe sebakeng se ditshila, se kantle ho motse. Jwale ho tla tliswa majwe a matjha, a hahellwe sebakeng sa majwe a kgale, mme ho dujwe seretse se setjha, ho dilwe mabota a ntlo. “Haeba lefu le hlaha hape kamora hoba ho qhebollwe majwe, ho thebolwe mabota, ho be ho dilwe hape, moprista o tla tla hape, mme a e hlahlobe. Haeba a fumana hore lefu le anetse ntlo, hona e tla ba ke lepera le tshwaetsang ka tlung eo, mme ntlo eo e sesila. Ntlo eo e tla heletswa, majwe a yona, le dithupa tsa yona, le seretse sohle sa yona, di lahlelwe sebakeng se ditshila, kantle ho motse. “Mang kapa mang ya kenang ka tlung eo ha e sa ntsane e kwetswe, o tla silafala ho fihlela ka phirimana. Mang kapa mang ya robalang, kapa ya jellang ka tlung eo o tla hlatswa le diaparo tsa hae. “Empa ha moprista a etla ho tla hlahloba ntlo, mme a fumana hore lefu ha le a anela ntlo, kamora hore e dilwe, moprista o tla phatlalatsa hore ntlo eo e hlwekile, kaha lefu leo le phekolehile. “Hore a hlwekise ntlo, moprista o tla nka dinonyana tse pedi, le thupa ya kedare, le kgwele e kgubedu, le lehlaku la hisopa. E nngwe ya dinonyana o tla e bolaela ka sejaneng sa letsopa, se nang le metsi a sa tswa kguwa sedibeng. Jwale o tla nka thupa ya kedare, le lehlaku la hisopa, le kgwele e kgubedu, mmoho le nonyana e ntseng e phela, ebe tsohle o di ina ka mading a nonyana e bolailweng, le ka metsing a sa tswa kguwa sedibeng, mme a foke ntlo hasupa. Kamora hoba a etse nyehelo e tlosang sebe ka madi a nonyana, le ka metsi a sa tswa kguwa sedibeng, le ka nonyana e ntseng e phela, le ka thupa ya kedare, le ka lehlaku la hisopa, le ka kgwele e kgubedu, o tla tlohela nonyana e ntseng e phela hore e fofele naheng, kantle ho motse. Ha a se a etseditse ntlo ena nyehelo ya tefelo ya sebe, e tla ba e hlwekile.” Ona ke molao wa mefuta yohle ya lefu la lepera, le wa mmokwana; le wa lepera le diaparong le le ka matlung; le wa makukuma, le wa lekgwekgwe, le wa mabadi a benyang, le wa ditlapedi. Ona ke molao wa lepera, ho re ruta ho tseba ha ntlo e le sesila, kapa e hlwekile. Morena a bua ho Moshe le ho Arone, a re: “Buang le bana ba Iseraele, le re ho bona: Ha monna a ena le lero le qhitsang botoneng ba hae, lero leo le na le sesila. Ha a ntse a ena le lero, sesila sa hae e tla ba sena: botona ba hae bo ka qhitsa lero, kapa bo ka thibana ke lero, o ntse a le sesila. “ Diphate tsohle tseo monna eo botona ba hae bo qhitsang lero a robalang ho tsona, di sesila; le eng kapa eng eo a dulang ho yona e sesila. Mang kapa mang ya mang diphate tsa monna eo o tla hlatswa diaparo tsa hae, a tole ka metsi, mme a sale a ntse a le sesila ho fihlela ka phirimana. Mang kapa mang ya dulang eng kapa eng e neng e dutswe ke monna eo botona ba hae bo qhitsang, o tla hlatswa diaparo tsa hae, a tole ka metsi, mme a sale a ntse a le sesila ho fihlela ka phirimana. “ Mang kapa mang ya amang mmele wa monna eo botona ba hae bo qhitsang, o tla hlatswa diaparo tsa hae, a tole ka metsi, mme a sale a ntse a le sesila ho fihlela ka phirimana. “ Haeba monna eo ya kulang a tshwela motho ya hlwekileng ka mathe, ya tshwetsweng o tla hlatswa diaparo tsa hae, a tole ka metsi, mme a sale a ntse a le sesila ho fihlela ka phirimana. “ Qhana efe kapa efe eo monna eo ya kulang a palamang ka yona, e sesila. Mang kapa mang ya amang ntho e neng e le katlasa hae, o tla ba sesila ho fihlela ka phirimana. Mang kapa mang ya nkang ntho ya mofuta o jwalo o tla hlatswa diaparo tsa hae, a tole ka metsi, a sale a ntse a le sesila ho fihlela ka phirimana. “ Mang kapa mang eo monna ya kulang a mo amang ka matsoho a sa hatlelwang o tla hlatswa diaparo tsa hae, a tole ka metsi, mme a sale a ntse a le sesila ho fihlela ka phirimana. “ Dijana tsa letsopa, tse amilweng ke monna ya kulang di tla pshatlwa, mme ntho e nngwe le e nngwe e entsweng ka lehong e tla hlatsuwa ka metsi. “ Ha monna enwa eo botona ba hae bo neng bo qhitsa lero a fola, o tla qeta matsatsi a supileng pele a ka hlwekiswa. O tla hlatswa diaparo tsa hae, a tole ka metsi a sa tswa kguwa sedibeng, mme e tla ba o hlwekile. Ka letsatsi la borobedi o tla nka maebanakgorwana a mabedi, kapa madinyane a mabedi a maeba; a tle kapele ho Morena, monyakong wa Tente ya Morena, mme a a nee moprista. Moprista o tla nyehela ka wona, le leng e be la nyehelo e tlosang sebe, le leng e be la nyehelo ya setjheso. Ka mokgwa o jwalo, moprista o tla etsetsa monna eo nyehelo ya telefelo ya sebe ka baka la ho qhitsa lero hoo ha hae. “ Ha monna a hoshotsa metsi a bonna ba hae, o tla tola mmele wohle ka metsi, mme o tla sala a ntse a le sesila ho fihlela ka phirimana. Lesela lefe kapa lefe, kapa letlalo lefe kapa lefe le nang le metsi ana a bonna hodima lona, le tla hlatsuwa ka metsi, mme le sale le ntse le ena le sesila ho fihlela ka phirimana. “ Ha monna a kena dikobong tsa mosadi, bobedi ba bona ba tla tola ka metsi, mme ba sale ba ntse ba le sesila ho fihlela ka phirimana. “ Ha mosadi a ena le lehatlelo, o tla ba sesila ka matsatsi a supileng. Mang kapa mang ya mo amang o tla ba sesila ho fihlela ka phirimana. “ Diphate tsohle tseo a robalang ho tsona, le eng kapa eng eo a dulang hodima yona ha a ntse a le sesila, di tla ba le sesila. Mang kapa mang ya amang diphate tsa hae o tla hlatswa diaparo tsa hae, a tole ka metsi, mme a sale a ntse a le sesila ho fihlela ka phirimana. Mang kapa mang ya amang setulo seo a neng a dutse hodima sona, o tla hlatswa diaparo tsa hae, a tole ka metsi, mme a sale a ntse a le sesila ho fihlela ka phirimana. Haeba a le hodima diphate kapa hodima setulo ha tsena di angwa, mang kapa mang ya tla ama ntho e neng e le hodima diphate, kapa hodima setulo seo mosadi eo a neng a se dutse, o tla ba sesila ho fihlela ka phirimana. “ Ha monna a ka robala le yena, o tla nka sesila sa mosadi eo, mme o tla ba sesila ka matsatsi a supileng. Diphate tseo a ka robalang ho tsona, le tsona di tla ba sesila. “ Ha mosadi a eba le lehatlelo, empa e se ka nako ya lona, kapa haeba lehatlelo le nka nako e telele ho feta ya mehla, nakong eo le ntseng le tswela pele o tla ba sesila, jwalokaha a le sesila ka nako ya lehatlelo la hae. Diphate dife kapa dife tseo a robalang ho tsona nakong ena ya lehatlelo di tla ba sesila, jwalokaha di ne di tla ba sesila nakong ya lehatlelo la hae. Setulo sefe kapa sefe seo a dulang ho sona se tla ba sesila jwaloka mohla nako ya lehatlelo la hae. Mang kapa mang ya di amang o tla ba sesila. O tla hlatswa diaparo tsa hae, a tole ka metsi, mme a sale a ntse a le sesila ho fihlela ka phirimana. “ Ha lehatlelo lena le kgaoditse, o tla qeta matsatsi a supileng, mme kamorao ho moo o tla be a hlwekile. Ka letsatsi la borobedi o tla nka maebanakgorwana a mabedi, kapa madinyane a mabedi a maeba, a a tlise ho moprista, monyakong wa Tente ya Morena. Moprista o tla nyehela ka le leng, e le nyehelo e tlosang sebe, le leng e le la nyehelo ya setjheso. Ka mokgwa ona moprista o tla mo etsetsa nyehelo ya tefelo ya sebe ho Morena, ka baka la lehatlelo le ileng la mmakela sesila. “ Hlokomedisa bana ba Iseraele sesila sa bona, esere ka ho silafatsa Tente ya ka, e teng hara bona, sesila sena sa bona sa ba bolaya. ” Ona ke molao o etseditsweng monna ya qhitsang lero botoneng ba hae, kapa ya hoshotsang metsi a bonna, mme eba o ba sesila. Ebile ke molao o etseditsweng mosadi ka nako ya lehatlelo la hae, kapa ya nang le seso se qhitsang. Ke molao o etseditsweng monna le mosadi, le o etseditsweng monna ya robalang le mosadi ya sesila. Kamora lefu la bara ba babedi ba Arone, ba neng ba shwe ha ba ne ba etsetsa Morena nyehelo, Morena a bua ho Moshe, a re: “Bolella moholwana wa hao Arone hore a se no kena ka Sehalalelong ka dinako tsohle, kamora lesira le siretseng sekwahelo sa tefelo ya sebe se hodima areka ya selekane e le hore a se ke a shwa, hobane ke tla iponahatsa hodima sekwahelo sa tefelo ya sebe, ke le lerung. “Arone o tla kena ka Sehalalelong ka mokgwa ona: a tlise pohwana ya nyehelo e tlosang sebe, le pheleu ya nyehelo ya setjheso. O tla apara seaparo se halalelang se fihlang maotong, se entsweng ka lesela la lene, a tene le borikgwe ba lesela la lene, a itlame ka leqhama la lesela la lene, a rwale, le tuku ya lene. Diaparo tsena di a halalela, mme eka kgona a tole ka metsi, a nto di apara. Phuthehong ya bana ba Iseraele a nke dipodi tse pedi tsa nyehelo e tlosang sebe, le pheleu e le nngwe ya nyehelo ya setjheso. “Arone o tla tlisa pohwana ya nyehelo e tlosang sebe, eo e leng ya hae, a iketsetse tefelo ya sebe le ba lelapa la hae. O tla nka dipodi tseo tse pedi, a di emise kapele ho Morena, monyakong wa Tente ya Morena. Arone o tla laola diphooko tseo tse pedi ka lotho, mme lotho lona le tla ntsha e nngwe e le ya Morena, e nngwe e le ya Asasele. Arone o tla tlisa phooko eo lotho le e ntshitseng e le ya Morena, mme ka yona a etse nyehelo e tlosang sebe. Empa podi eo lotho le e ntshitseng e le ya Asasele, e tla emiswa kapele ho Morena e ntse e phela, hore a tle a etsetse tefelo ya sebe hodima yona, e nto lelekelwa lehwatateng ho Asasele. “Arone o tla tlisa pohwana ya nyehelo e tlosang sebe, eo e leng ya hae, mme ka yona a iketsetse tefelo ya sebe le ba lelapa la hae. O tla hlaba pohwana eo ya hae e le nyehelo e tlosang sebe. O tla nka sekubetsa se tletseng mashala a hlenneng, se hodima aletare e kapele ho Morena. A ngwathe mokubetso o silehileng, o monko o monate, a o tlatse matsoho a hae, a o ise kamora lesira. Mokubetso ona a o tshele hodima mollo, kapele ho Morena, e le hore mosi wa mokubetso o tle o kwahele sekwahelo sa tefelo ya sebe, se hodima areka e kentseng matlapa a ngotsweng Molao, e le hore Arone a se ke a shwa. O tla nka madi a pohwana, a foke hodima sekwahelo sa tefelo ya sebe ka monwana wa hae, ka nqeng ya botjhabela; hape a foke hasupa kapele ho sona. “Jwale a hlabe podi ya nyehelo e tlosang sebe, eo e leng ya setjhaba, a tlise madi a yona kamora lesira. Ka madi a yona a etse jwalokaha a ile a etsa ka madi a pohwana, a foke hodima sekwahelo sa tefelo ya sebe, le kapele ho sona. O tla hlwekisa Sehalalelo ka baka la ho se hlweke ha bana ba Iseraele, le ka baka la ditlolo tsa bona le dibe tsa bona tsohle. Le Tente ya Morena, e hlomilweng hara bona ba sa hlweka, a e hlwekise. Ho se be motho ka Tenteng ya Morena, ho tloha ha moprista a kena ka ho yona ho ya etsa tefelo ya sebe, ho fihlela a etswa. O tla iketsetsa tefelo ya sebe, a e etsetse le ba lelapa la hae, le setjhaba sohle sa Iseraele. “Jwale o tla tswa, a ye aletareng e kapele ho Morena, mme a e hlwekise. A nke madi a mang a pohwana, le madi a mang a podi, mme ka wona a tlotse manaka a aletare ho e potapota. Ka madi a mang o tla foka hodima aletare hasupa, a e hlwekise, a e halaletse, hore a tlose ho se hlweke ha bana ba Iseraele ho ho yona. “Ha Arone a qetile ho hlwekisa Sehalalelo, Tente ya Morena, le aletare, o tla tlisa podi e ntseng e phela. Arone o tla bea matsoho a hae a mabedi hodima hlooho ya podi ena e ntseng e phela, mme a bolele makgopo wohle a bana ba Iseraele, le ditlolo tsohle tsa bona, le dibe tsohle tsa bona; a di bee hodima hlooho ya podi ena, ebe e iswa lehwatateng ke motho ya kgethetsweng hoo. Podi ena e tla jara makgopo a bona wohle. Motho eo a e ise naheng e se nang baahi, mme a e tlohelle lehwatateng moo. “Arone o tla kena ka Tenteng ya Morena, a hlobole diaparo tsa lesela la lene, tseo a ileng a di apara ha a kena ka Sehalalelong, ebe o di siya moo. O tla tola ka metsi a le ka Sehalalelong, a apare diaparo tsa hae, a ntano tswa, a etse nyehelo ya hae ya setjheso, le nyehelo ya setjhaba ya setjheso; a be a iketsetse tefelo ya sebe, a e etsetse le setjhaba. Mafura a nyehelo e tlosang sebe a a tjhesetse hodima aletare. “Motho ya ileng a isa podi ho Asasele o tla hlatswa diaparo tsa hae, a tole ka metsi, mme kamorao ho moo a kene ka diahelong. Pohwana ya nyehelo e tlosang sebe, le podi ya nyehelo e tlosang sebe, tseo madi a tsona a ileng a tliswa ho tla etsa tefelo ya sebe ka Sehalalelong, di tla iswa kantle ho diahelo. Matlalo a tsona, le nama ya tsona, le moswang wa tsona, di tjheswe ka mollo. Ya di tjhesang o tla hlatswa diaparo tsa hae, a tole ka metsi, mme kamora moo a kene ka diahelong. “Ona ke molao wa mehla yohle ho lona: Ka letsatsi la leshome la kgwedi ya bosupa, le tla itima dijo, le se ke la etsa mosebetsi ofe kapa ofe, e ka ba motho wa letswallwa, kapa moditjhaba ya jakileng hara lona. Ka letsatsi lena, moprista o tla le etsetsa tefelo ya sebe, hore le hlweke, le hlwekiswe dibeng tsohle tsa lona kapele ho Morena. Ho lona ke letsatsi le leholo la phomolo, mme le tla itima dijo. Ona ke molao wa mehla yohle. Moprista ya tlotsitsweng, ya halaleditsweng hore e be moprista sebakeng sa ntatae, o tla etsa tefelo ya sebe. O tla apara diaparo tse halalelang, tse entsweng ka lesela la lene. O tla hlwekisa Sehalalelo, Tente ya Morena, le aletare ya tefelo ya sebe; a etsetse baprista, le batho bohle ba phutheho, tefelo ya sebe. Ona e tla ba molao wa mehla yohle ho lona, hore hang ka selemo le etsetse bana ba Iseraele tefelo ya sebe, ka baka la dibe tsohle tsa bona.” Yaba Moshe o etsa jwalokaha Morena a ne a mo laetse. Morena a bua ho Moshe, a re: “Bua ho Arone, le ho bara ba hae, le ho bana bohle ba Iseraele, o re ho bona: Sena ke seo Morena a se laetseng, ha a re: Motho ofe kapa ofe wa ntlo ya Iseraele, ya hlabelang pholo, kapa nku, kapa podi, ka diahelong; kapa ya e hlabelang kantle ho diahelo, a se e tlise pele, monyakong wa Tente ya Morena, ho nyehela ka yona ho Morena, kapele ho Leaho la hae, o tla tadingwa a le molato wa ho tsholla madi. Motho eo o tsholotse madi, mme o tla kgaolwa setjhabeng sa habo. Hona ke hore bana ba Iseraele ba tlise mahlabelo a bona, ao ba neng ba a etsetsa naheng; ba a tlise ho Morena, monyakong wa Tente ya Morena, ho moprista, mme ka wona ba etsetse Morena nyehelo ya teboho. Moprista o tla foka aletare ya Morena, e monyakong wa Tente ya Morena, ka madi, mme a tjhese mafura e le nyehelo e monko o monate, e amohelehang ho Morena. Ba se ke ba hlola ba nyehella medingwana ya diphooko eo ba e setseng morao, ba e kgumamelang. Ona e tla ba molao wa mehla yohle wa bona, le wa ditloholo tsa bona. “O re ho bona hape: Motho ofe kapa ofe wa ntlo ya Iseraele, kapa wa moditjhaba ya jakileng hara bona, ya etsetsang Morena nyehelo ya setjheso, a se e tlise monyakong wa Tente ya Morena ho nyehella Morena, o tla kgaolwa setjhabeng sa habo. “ Motho ofe kapa ofe wa ntlo ya Iseraele, kapa wa moditjhaba ya jakileng hara bona, ya jang bobete ba mofuta ofe kapa ofe, ke tla mo halefela. Motho eo ya jang bobete ke tla mo kgaola setjhabeng sa habo. Kahobane bophelo ba ntho bo mading, madi ana ke le neile wona hore le iketsetse tefelo ya sebe ka wona aletareng; ke madi a etsetsang motho tefelo ya sebe. Ka lebaka lena ke itse ho bana ba Iseraele: “Ho se be le ya mong wa lona ya jang bobete; le moditjhaba ya jakileng hara lona a se ke a ja bobete.” “ Motho ofe wa bana ba Iseraele, kapa wa moditjhaba ya jakileng hara bona, ya tsomang phoofolo kapa nonyana e ka jewang, ha a e bolaile o tla fophisa madi a yona, a a kwahele ka mobu. Bophelo ba dintho tsohle ke madi a tsona; ka baka leo, ke itse ho bana ba Iseraele: “Le se ke la ja bobete ba ntho efe kapa efe, hobane bophelo ba dintho tsohle ke madi a tsona. Mang kapa mang ya ka bo jang, o tla kgaolwa setjhabeng sa habo.” “ Mang kapa mang ya jang nama ya ntho efe le efe e itjhweletseng feela, kapa e harotsweng ke dibatana, e ka ba letswallwa kapa moditjhaba, a hlatswe diaparo tsa hae, a be a tole ka metsi. O tla sala a ntse a le sesila ho fihlela ka phirimana, jwale e tla ba o hlwekile. Empa haeba a sa hlatswe diaparo tsa hae, a bile a sa tole ka metsi, o tla jara bokgopo ba hae. ” Morena a bua ho Moshe, a re: “Bua le bana ba Iseraele, o re ho bona: Ke nna Morena Modimo wa lona. Le se ke la etsa jwalokaha ho ne ho etswa Egepeta, moo le neng le ahile teng; le se ke la etsa jwalokaha ho etswa Kanana, moo ke le isang teng. Le se ke la latela melao ya bona. Le latele ditaelo tsa ka, mme le boloke melao ya ka, e be yona e le tsamaisang. Ke nna Morena Modimo wa lona. Le boloke melao ya ka le ditaelo tsa ka. Ya di bolokang di tla mo phedisa. Ke nna Morena. “ Ho se be le ya mong wa lona ya tla kena dikobong tsa mosadi eo e leng seng le yena. Ke nna Morena. “ O se ke wa tlontlolla ntatao ka ho kena dikobong tsa mmao. Ke mmao, o se ke wa kena dikobong tsa hae. “ O se ke wa kena dikobong tsa mosadi wa ntatao, hobane hoo ke ho tlontlolla ntatao. “ O se ke wa kena dikobong tsa kgaitsedi ya hao, e leng moradi wa ntatao, kapa moradi wa mmao, leha eba a hlahetse lelapeng leno, kapa a hlahetse lelapeng lesele. “ O se ke wa kena dikobong tsa moradi wa mora hao, kapa tsa moradi wa moradi wa hao, hobane hoo ho tla o tlontlolla. “ O se ke wa kena dikobong tsa moradi wa mosadi wa ntatao, ya tswetsweng ke ntatao. Le yena ke kgaitsedi ya hao; o se ke wa mo tlontlolla. “ O se ke wa kena dikobong tsa rakgadia hao, hobane yena le ntatao ke bana ba motho. “ O se ke wa kena dikobong tsa ngwanabo mmao e motshehadi, hobane yena le mmao ke bana ba motho. “ O se ke wa tlontlolla ngwanabo ntatao ka ho kena dikobong tsa mosadi wa hae, hobane ke mosadi wa ngwanabo ntatao. “ O se ke wa kena dikobong tsa ngwetsi ya hao. Ke mosadi wa mora wa hao, mme o se ke wa mo tlontlolla. “ O se ke wa kena dikobong tsa mosadi wa ngwaneno, hobane hoo e ka ba ho tlontlolla ngwaneno. “ O se ke wa kena dikobong tsa ngwana le tsa mmae. O se ke wa kena dikobong tsa moradi wa mora wa hae, kapa tsa moradi wa moradi wa hae; hona ke ketso e manyala hobane ba tswalana le mosadi eo. “ O se ke wa nyala ngwanabo mosadi wa hao hore e be moqekwa; o se ke wa kena dikobong tsa hae, ha feela ngwanabo a ntse a phela. “ O se ke wa kena dikobong tsa mosadi ya sesila ka baka la ho ya dinakong tsa hae. “ O se ke wa kena dikobong tsa mosadi wa mohaeno, wa itshilafatsa ka yena. “ O se ke wa neelana ka e mong wa bana ba hao hore ka yena ho etsetswe Moloke sehlabelo sa setjheso, esere wa nyedisa lebitso la Modimo wa hao. Ke nna Morena. “ O se ke wa robala monna e mong jwalokaha o robala mosadi. Hona ke manyala. “ O se ke wa robala phoofolo, mme wa itshilafatsa ka yona. Mosadi a se ke a ipeketla kapele ho phoofolo hore e mo robale. Hona ke manyala a tshabehang. “ Le se ke la itshilafatsa ka dintho tsena tsohle, hobane ke ka tsona ditjhaba tseo ke di lelekileng kapele ho lona di ileng tsa itshilafatsa. “ Naha e ile ya silafala; kahoo ke ile ka e otla ka baka la bokgopo ba yona, mme ya hlatsa baahi ba yona. “ Empa lona le tla boloka melao ya ka, le ditaelo tsa ka; le se ke la etsa letho la manyala ana, leha e ka ba letswallwa la naha, kapa moditjhaba ya jakileng hara lona. Manyala ana wohle a ile a etswa ke batho ba neng ba ahile mona pele ho lona, mme naha e ile ya silafala. Haeba le lona le silafatsa naha ena, e tla le hlatsa jwalokaha e ile ya hlatsa ditjhaba tse neng di ahile ho yona pele ho lona. “ Mang kapa mang ya etsang e nngwe ya tse manyala tsena, o tla kgaolwa setjhabeng sa habo. Ka baka leo, bolokang ditaelo tsa ka; le se ke la etsa tsohle tse manyala, tse neng di etswa le eso fihle, mme le se ke la itshilafatsa ka tsona. Ke nna Morena Modimo wa lona. ” Morena a bua ho Moshe, a re: “Bua le setjhaba sohle sa bana ba Iseraele, o re ho sona: Le halalele, hobane nna, Morena Modimo wa lona, ke a halalela. “ E mong le e mong wa lona a hlomphe ntatae le mmae, le boloke disabatha tsa ka. Ke nna Morena Modimo wa lona. “ Le se ke la sebeletsa medimo ya bohata, le se ke iketsetsa medimo e bopilweng ka tshepe. Ke nna Morena Modimo wa lona. “ Ha le etsetsa Morena sehlabelo sa teboho, le se etse hore le tle le amohelehe ho yena. Mohla letsatsi leo le etsang sehlabelo seo ka lona, le se je, le be le se je le ka letsatsi le hlahlamang, empa se ka salang, sa fihlelwa ke letsatsi la boraro, le se tjhese ka mollo. Haeba le ka se ja ka letsatsi la boraro, e se le manyala, se ke ke sa amoheleha. Mang kapa mang ya se jang, o tla jara bokgopo ba hae, hobane o tla be a silafaditse ntho e halalelang ya Morena. Motho eo o tla kgaolwa setjhabeng sa habo. “ Ha le kotula masimo a lona, le se ke la kotudisisa ho ya fihla meeding, mme le se ke la kgwahlapisa moo le seng le kotutse teng. O se ke wa kgwahlapisa tshimo ya hao ya morara, mme o se ke wa thonaka morara o wetseng fatshe; o o siele mofutsana le moeti. Ke nna Morena Modimo wa hao. “ Le se ke la utswa, le se ke la etsetsana bolotsana, kapa la bolellana mashano. “ Le se ke la hlapanyetsa leshano ka lebitso la ka, mme ka mokgwa oo la silafatsa lebitso la Modimo wa lona. Ke nna Morena. “ O se ke wa hatella mohaeno, kapa wa mo hanyapetsa. “ O se ke wa dula ka moputso wa letsatsi wa mosebeletsi wa hao, ho fihlela letsatsi le hlahlamang. “ O se ke wa rohaka tsebetutu; o se ke wa bea sekgopi tseleng ya sefofu; empa o tshabe Modimo wa hao. Ke nna Morena. “ O se ke wa ahlola ka leeme. Ha o ahlola o se ke wa sekamela ka ho mofutsana, kapa wa tlotla ya phahameng; o ahlole mohaeno ka toka. “ O se ke wa tsamaisa leshano hara setjhaba sa heno; o se ke wa tshabella mohaeno ha a bolawa. Ke nna Morena. “ O se ke wa jara ngwaneno ka pelo. O kgalemele mohaeno, esere wa itjarisa sebe ka baka la hae. “ O se ke wa iphetetsa, kapa wa ntshetsa disuwa baneng ba setjhaba sa heno, empa o rate wa heno jwalokaha o ithata. Ke nna Morena. “ Le boloke melao ya ka. “ O se ke wa hwedisa diphoofolo tsa hao ka tsa mofuta osele. “ O se ke wa jala mefuta e mmedi ya peo tshimong ya hao, mme o se ke wa apara seaparo se mefuta e mmedi ya masela. “ Ha monna a kena dikobong tsa ngwanana wa lekgoba ya seng a neilwe monna e mong, feela ngwanana eo a eso lefellwe tjhelete ya topollo, mme a eso lokolohe, ba tla ahlolwa, empa ba ke ke ba bolawa, hobane ngwanana eo ha a eso lokolohe. Monna eo o tla tlisetsa Morena pheleu ya nyehelo bakeng sa molato wa hae, a e tlise monyakong wa Tente ya Morena. Kapele ho Morena, ka pheleu ena, moprista o tla mo etsetsa nyehelo ya tefelo e tlosang sebe, ka baka la sebe seo a se entseng, mme o tla tshwarelwa. “ Ha le fihla naheng ya Kanana, mme le lema sefate sefe kapa sefe se jewang, le tla ila ditholwana tsa sona. Ka dilemo tse tharo le tla di ila, le se ke la di ja. Ka selemo sa bone ditholwana tsohle tsa sona di tla abelwa Morena, e le mpho e halalelang ya teboho. Empa ka selemo sa bohlano le ka ja ditholwana tsa sefate seo, hore se tle se le behele ditholwana tse ngata. Ke nna Morena Modimo wa lona. “ Le se ke la ja letho le nang le madi. Le se ke la sebedisa ditaola kapa bonohe. “ Le se ke la kgatla tlopo, kapa la sekola ditedu tsa lona. “ Le se ke la iphatsa ha le llela mofu, le se ke la etsa mokgora. Ke nna Morena. “ O se ke wa silafatsa moradi wa hao ka ho mo etsa seotswa, esere naha ya tlala bootswa le bokgopo bo bongata. “ Le boloke Disabatha tsa ka, le hlomphe Sehalalelo sa ka. Ke nna Morena. “ Le se ke la batla thuso ho mathuela kapa dinohe; le se ke la ya ho bona, esere ba le silafatsa. Ke nna Morena Modimo wa lona. “ O eme ka maoto ha o bona raputswe, o hlomphe leqheku, mme o tshabe Modimo wa hao. Ke nna Morena. “ Ha moditjhaba a jakile naheng ya habo lona, le se ke la mo sotla. Empa moditjhaba ya jakileng hara lona, a be jwaloka letswallwa la naha; le mo rate jwalokaha le ithata, hobane le lona le ne le le baditjhaba naheng ya Egepeta. Ke nna Morena Modimo wa lona. “ O se ke wa etsa bolotsana ha o metha bolelele ba dintho, kapa boima ba tsona, kapa ha o metha ntho e mokedikedi. O be le sekala se nepahetseng sa ho metha boima, le bolelele, le ntho e mokedikedi. Ke nna Morena Modimo wa lona, ya le ntshitseng naheng ya Egepeta. “ Le boloke melao ya ka yohle, le ditaelo tsa ka tsohle, mme le di phethe. Ke nna Morena. ” Morena a bua ho Moshe, a re: “Bua le bana ba Iseraele, o re ho bona: Motho e mong le e mong wa bana ba Iseraele, kapa wa baditjhaba ba jakileng naheng ya Iseraele, ya neelanang ka bana ba hae ho Moloke, ruri o tla bolawa. Setjhaba sa naha eo se tla mo tlepetsa ka majwe. Le nna ke tla halefela motho eo, mme ke mo kgaole setjhabeng sa habo, hobane a neile Moloke bana ba hae, hore a silafatse Sehalalelo sa ka, le ho nyedisa lebitso la ka le halalelang. Haeba setjhaba sa naha eo se lala ketso ya monna eo ka mmele, ya ho nea Moloke bana ba hae, se sa mmolaye, nna ke tla halefela monna eo le ba leloko la hae. Ke tla mo kgaola setjhabeng sa habo, mmoho le bohle ba mo etsisang, ba sebeletsang Moloke. “ Motho ya batlang thuso ya mathuela, kapa ya dinohe, ya mathang kamora tsona, ke tla mo halefela, mme ke mo kgaole setjhabeng sa habo. “ Le ikgalaletse, mme le tla halalela, hobane ke nna Morena Modimo wa lona. Le boloke melao ya ka, mme le e phethe. Ke nna Morena ya le halaletsang. “ Motho ofe kapa ofe ya rohakang ntatae kapa mmae, ruri o tla bolawa. Kaha o rohakile ntatae kapa mmae, o tla bolawa ka baka la molato wa hae. “ Haeba monna ofe kapa ofe a feba le mosadi wa monna e mong, bobedi ba batho bao ba febang ba tla bolawa. “ Haeba monna a tlontlolla ntatae ka ho kena dikobong tsa mosadi wa ntatae, monna eo le mosadi eo wa ntatae, ruri bobedi ba bona ba tla bolawa, mme ba tla be ba bolawa ka baka la molato wa bona. “ Haeba monna a kena dikobong tsa ngwetsi ya hae, bobedi ba bona ba tla bolawa. Ba entse ketso e manyala, mme ba tla bolawa ka baka la molato wa bona. “ Haeba monna a eja monna e mong maotwana, bobedi ba bona ba tla bolaelwa ketso eno ya bona e manyala, ba bolawe ka baka la molato wa bona. “ Haeba monna a kena dikobong tsa ngwana le tsa mmae, hoo ke ketso e manyala. Monna le basadi bao ba babedi ba tjheswe ka mollo, hore manyala a jwalo a se ke a hlola e eba teng hara lona. “ Haeba monna a robala phoofolo o tla bolawa, le phoofolo eo e tla bolawa. “ Haeba mosadi a ipeketlela phoofolo hore e mo robale, mosadi eo o tla bolawa, le phoofolo eo e tla bolawa. Ruri mosadi eo le phoofolo eo ba bolawe. Ba tla bolawa ka baka la molato wa bona. “ Haeba monna a kena dikobong tsa kgaitsedi ya hae, e leng moradi wa ntatae, kapa moradi wa mmae, mme bobedi ba bona ba bonelana, hoo ke ketso e manyala. Bobedi ba bona ba tla kgaolwa setjhabeng sa habo bona, moo setjhaba se ntseng se bona. Monna eo o tla ahlolelwa ho kena dikobong tsa kgaitsedi ya hae, mme o tla jara bokgopo ba hae. “ Haeba monna a kena dikobong tsa mosadi ya ileng dinakong tsa hae, mme a mmonela, bobedi ba bona ba tla kgaolwa setjhabeng sa habo bona, hobane monna eo o pepesitse lehatlelo la mosadi, le mosadi eo o pepesitse mohlodi wa lehatlelo la hae. “ O se ke wa kena dikobong tsa ngwanabo mmao, kapa tsa rakgadia hao, hobane ho etsa jwalo ke ho kopanya madi a le mang. Ya etsang jwalo o tla jara bokgopo ba hae. “ Haeba monna a kena dikobong tsa mmangwanae, o tlontlolotse rangwanae, mme yena le mmangwanae ba tla ahlolelwa molato wa bona, mme ba tla shwa ba se na bana. “ Haeba monna a nyala mohatsa ngwanabo, hoo ke manyala. O tlontlolotse ngwanabo, ba tla shwa ba se na bana. “ Le tla boloka melao yohle ya ka, le ditaelo tsohle tsa ka, mme le di phethe, hore naha eo ke le isang ho yona, hore le yo aha ho yona, e se ke ya le hlatsa. Le se ke la latela melao ya ditjhaba tseo ke tla di leleka kapele ho lona, hobane di entse dintho tsena tsohle; kahoo ke ile ka di nyonya. Ke itse ho lona: Naha ya sona e tla ba lefa la lona; ke tla le nea yona e be leruo la lona. Ke naha e phallang lebese le mahe a dinotshi. Ke nna Morena Modimo wa lona, ya le kgaohantseng le baditjhaba bao. “ Ka baka leo, le tla kgetholla phoofolo e hlwekileng ho e sa hlwekang, le nonyana e hlwekileng ho e sa hlwekang; le se ke la itshilafatsa ka phoofolo, kapa ka nonyana, kapa ka ntho efe kapa efe e hahabang hodima lefatshe, eo ke le kgetholletseng yona hore ha e a hlweka. “ Le tla halalela le be batho ba ka, hobane nna, Morena, ke a halalela. Ke le kgaohantse le baditjhaba, hore le tle le be ba ka. “ Monna kapa mosadi ya nang le moya wa bothuela, kapa wa bonohe, ruri o tla bolawa. O tla tlepetswa ka majwe, a bolaelwe molato wa hae. ” Morena a re ho Moshe: “Bua le baprista, e leng bara ba Arone, o re ho bona: Moprista a se ke a itshilafatsa ka mofu wa setjhaba sa habo, haese feela ka mofu eo a tswalanang le yena, e leng mmae, le ntatae, le mora wa hae, le moradi wa hae, le ngwanabo; le kgaitsedi ya hae e tswalwang le yena, eo e sa leng morwetsana, e esong ho nyalwe. Bana a ka itshilafatsa ka bona. Empa moprista a se ke a itshilafatsa ka kgaitsedi ya hae e nyetsweng, hobane ka hona o tla be a itshilafatsa. “ Baprista ba se ke ba beola moriri o hara hlooho tsa bona, ba se ke ba sekola ditedu tsa bona, leha e le ho iphatsa mmeleng. Ba tla halalela ho Modimo wa bona, mme ba se ke ba silafatsa lebitso la Modimo wa bona. Kahobane ke bona ba etsang nyehelo ya setjheso ya Morena, e leng dijo tsa Modimo, tseo ba nyehelang ka tsona, ba lokela ho halalela. “ Moprista a se ke a nyala mosadi wa seotswa kapa ya silafetseng; le mosadi ya hlalaneng le monna wa hae a se ke a mo nyala, hobane moprista o a halalela ho Modimo wa hae. O mo tsebe a halalela, hobane ke yena ya nyehellang Modimo wa hao ka dijo. O tla halalela ho wena, hobane nna, Morena ya o halaletsang, ke a halalela. “ Moradi wa moprista ha a itshilafatsa ka bootswa, o silafatsa ntatae, mme moradi eo o tla tjheswa ka mollo. “ Moprista e Moholo, ya ileng a tshelwa hloohong ka ole e tlotsang, ya ileng a halaletswa hore a tle a apare diaparo tsa boprista, a se ke a tlohela moriri wa hae wa hlantholoha, mme a se ke a hahola diaparo tsa hae. A se ke a kena kamoo ho beilweng setopo; leha e ka ba setopo sa ntatae kapa sa mmae, a se ke a itshilafatsa ka ho kena ka ho sona. A se ke a tswa ka Sehalalelong, esere a silafatsa Sehalalelo sa Modimo wa hae, hobane o halaleditswe ke Modimo ka ho tshelwa ka ole e tlotsang. Ke nna Morena. “ A nyale morwetsana. A se ke a nyala mohlolohadi, kapa mosadi ya hladilweng, kapa seraburabu, kapa seotswa, empa a nyale morwetsana wa setjhaba sa habo. A se ke a silafatsa bana ba hae setjhabeng sa habo, hobane ke nna Morena ya mo halaletsang. ” Morena a bua ho Moshe, a re: “Bua ho Arone, o re: Hara ditloholo tsa hao, melokong yohle ya tsona, ho se be monna ya nang le sepha, ya tla etsa nyehelo ya dijo tsa Modimo wa hae. Monna ofe kapa ofe ya nang le sepha, e ka ba monna wa sefofu, kapa wa sehlotsa, kapa ya holofetseng nko, kapa ya ditho di fetanang; kapa monna ya robehileng leoto kapa letsoho; kapa monna ya lekgutla, kapa wa kakatjhelana, kapa ya qhommeng leihlo, kapa ya nang le setlapedi, kapa ya lekgwekgwe, kapa ya pshatlehileng makwalata; bana bohle ba se ke ba atamela. Monna e mong le e mong wa leloko la moprista Arone, ya nang le sepha, a se ke a atamela ho etsa nyehelo ya setjheso ya Morena. O na le sepha, mme a se ke atamela ho nyehela ka dijo tsa Modimo wa hae. A ka ja bohobe ba Modimo wa hae bo halalelang ka ho fetisisa, le bo halalelang. Empa a se ke a atamela lesira, leha e le ho atamela aletare, hobane o na le sepha, esere a silafatsa dintho tsa ka tse halalelang, hobane ke nna Morena ya di halaletsang. ” Moshe a bua jwalo ho Arona le ho bara ba hae, le ho bana bohle ba Iseraele. Morena a bua ho Moshe, a re: “Bolella Arone le bara ba hae hore ba hlomphe dintho tse halalelang, tseo bana ba Iseraele ba nkgethelang tsona, esere ba silafatsa lebitso la ka le halalelang, Ke nna Morena. “Ere ho bona: Monna ofe kapa ofe wa ditloholo tsa hao, melokong yohle ya tsona, ya ka atamelang dintho tse halalelang, tseo bana ba Iseraele ba di kgethelang Morena, monna eo a ntse a silafetse, o tla lelekwa kapele ho nna. Ke nna Morena. “ Monna ofe kapa ofe eo e leng setloholo sa Arone, ya tswileng lepera, kapa ya nang le seso se qhitsang, a se ke a ja dintho tse halalelang a eso ka a hlweka. Monna ofe kapa ofe ya amang motho ya silafaditsweng ke ho ama setopo, kapa ya hoshotsang metsi a bonna; kapa monna ya amang sehahabi se ka mo silafatsang, kapa ya amang monna e mong ya ka mo silafatsang ka baka la sesila sa hae; motho ya amang ya jwalo o tla ba le sesila ho fihlela ka phirimana. Motho eo a ke ke a ja dintho tse halalelang, haese ha a se a totse ka metsi. Ha letsatsi le se le diketse e tla ba o hlwekile, mme kamorao ho moo a ka ja dintho tse halalelang, hobane ke dijo tsa hae. A se ke a ja nama ya phoofolo e itjhweletseng feela, kapa e harotsweng ke dibatana, hobane e tla mo silafatsa. Ke nna Morena. “ Ba tla boloka taelo ya ka, hore ba se ke ba ipelesa sebe ka lebaka la yona, mme ba eshwa, hobane ba e silafaditse. “ Moditjhaba ofe kapa ofe a se ke a ja dintho tse halalelang; le moeti ya fihletseng ha moprista, kapa mohiruwa, a se ke a ja dintho tse halalelang. Lekgoba leo moprista a le rekileng ka tjhelete ya hae, lona le ka ja dintho tseo tse halalelang. Le bohle ba tswaletsweng tlung ya moprista ba ka ja dijo tseo tsa hae. “ Ha moradi wa moprista a nyetswe ke moditjhaba, a ke ke a ja dijo tse halalelang tsa nyehelo. Empa haeba moradi wa moprista e le mohlolohadi, kapa a hlalane le monna, a se na bana, mme a kgutletse tlung ya ntatae jwalokaha e sa le ngwana, yena a ka ja dijo tseo tsa ntatae. Empa moditjhaba yena a ke ke a di ja. “ Ha monna a ka ja ntho e halalelang ka phoso, o tla eketsa ntho eo e halalelang ka karolo e le nngwe ho tse hlano ya yona, mme a e nee moprista. “ Baprista ba se ke ba silafatsa dintho tse halalelang, tseo bana ba Iseraele ba di nyehellang Morena; ba se ke ba itjarisa molato wa bokgopo ka ho ja dintho tse halalelang, hobane ke nna Morena ya ba halaletsang. ” Morena a bua ho Moshe, a re: “Bua ho Arone le ho bara ba hae, le ho bana bohle ba Iseraele, o re ho bona: Monna ofe kapa ofe wa ntlo ya Iseraele, kapa ya jakileng naheng ya Iseraele, ya tlisang nyehelo ya hae, e ka ba nyehelo ya kano, kapa nyehelo ya boithaopo, e nyehellwang Morena hore e be ya setjheso, hore a tle a amohelehe, eka kgona e be phoofolo e tona, e se nang sepha; e ka ba kgomo, kapa nku, kapa podi. Le se ke la nyehela ka phoofolo e nang le sepha, hobane e ke ke ya amoheleha. Ha monna a etsetsa Morena nyehelo ya sehlabelo sa teboho, e le ya kano e kgethehileng, kapa e le nyehelo ya boithaopo, e be kgomo kapa nku e se nang sepha, hore e tle e amohelehe. Tse foufetseng, kapa tse robehileng, kapa tse holofetseng, kapa tse nang le dibebe, kapa dihlahala, kapa lekgwekgwe, tsena le se ke la nyehella Morena ka tsona; le se ke la etsa nyehelo ya setjheso ka tsona hodima aletare ya Morena. Haeba pohwana kapa nku e ena le maoto a fetanang, o ka etsa nyehelo ya boithaopo ka yona, empa bakeng sa nyehelo ya kano e ke ke ya amoheleha. Le se ke la nyehella Morena ka phoofolo eo makwalata a yona a tetetsehileng, kapa a pshatlehileng, kapa a thuehileng, kapa a sehilweng. Le se ke la etsa jwalo naheng ya lona. “ Le se ke la nyehella Morena ka tse tswang ho baditjhaba, hore e be dijo tsa hae, hobane di silafetse, di na le sepha, mme di ke ke tsa amoheleha. ” Morena a bua ho Moshe, a re: “Ha namane, kapa konyana, kapa potsanyane e tswalwa, e lokela ho nyanya mma yona ka matsatsi a supileng. Ho tloha ka letsatsi la borobedi le a hlahlamang, e ka amoheleha ho etsetsa Morena nyehelo ya setjheso. Kgomo le namane ya yona, kapa nku le konyana ya yona, di se ke tsa hlajwa ka tsatsi le le leng. “Ha o etsetsa Morena sehlabelo sa teboho, o tla se etsa hore se tle se amohelehe. Se jewe ka lona letsatsi leo, o se ke wa siya letho le ka fihlelwang ke letsatsi la hosasane. Ke nna Morena. “Le boloke melao ya ka, le e phethe. Ke nna Morena. Le se ke la silafatsa lebitso la ka le halalelang; ke halaletswe hara bana ba Iseraele. Ke nna Morena ya le halaletsang, ya le ntshitseng naheng ya Egepeta, hore ke be Modimo wa lona. Ke nna Morena.” Morena a bua ho Moshe, a re: “Bua le bana ba Iseraele, o re ho bona: Dinako tsa mekete ya Morena, tseo le tla di phatlalatsa e le dinako tsa diphutheho tse halalelang, tsa mekete ya ka, ke tsena. “ Ho ka sebetswa ka matsatsi a tsheletseng, empa letsatsi la bosupa ke letsatsi le leholo la phomolo; ke la phutheho e halalelang. Le se ke la etsa mosebetsi ofe kapa ofe; ke Sabatha sa Morena diahelong tsohle tsa lona. “ Ena ke mekete e beilweng ya Morena, e leng diphutheho tse halalelang, tseo le tla di phatlalatsa ka dinako tsa tsona. “ Ka letsatsi la leshome le metso e mene la kgwedi ya pele, ka nako ya phirimana, ke Paseka ya Morena. Ka letsatsi la leshome le metso e mehlano, hona kgweding eo, ke mokete wa Morena wa bohobe bo sa lomoswang, mme ka matsatsi a supileng le je bohobe bo sa lomoswang. Ka letsatsi la pele le tla ba le phutheho e halalelang, le se ke la etsa mosebetsi ofe kapa ofe ka letsatsi leo. Ka matsatsi a supileng le tla etsetsa Morena nyehelo ya setjheso. Letsatsi la bosupa ke la phutheho e halalelang, le se ke la etsa mosebetsi ofe kapa ofe ka letsatsi leo. ” Morena a bua ho Moshe, a re: “Bua le bana ba Iseraele, o re ho bona: Ha le fihla naheng eo ke le naeng yona, mme le kotula tseo e di behileng, le tla tlisetsa moprista ngata ya dilopotsiya tsa lona. Yena o tla akgotsa ngata eo kapele ho Morena, e le hore le tle le amohelehe. Moprista o tla e akgotsa hoseng ha letsatsi le hlahlamang la phomolo. Ka letsatsi leo le akgotsang ngata ka lona, le etsetse Morena nyehelo ya setjheso ka konyana e tona, e nang le selemo, e se nang sepha. Nyehelo ya phofo yona e be boima ba dikilo tse pedi tsa phofo e thumisehileng, e dubilweng ka ole, e be nyehelo ya setjheso sa Morena se monko o monate. Hape ho be le nyehelo ya seno sa veine ya lethara e le nngwe. Ho fihlela le tlisitse nyehelo ya Modimo wa lona, le se ke la ja bohobe, le diqhome kapa lefotho, ho fihlela ka lona letsatsi leo. Ona e tla ba molao wa mehla yohle melokong ya lona, diahelong tsa lona tsohle. “ Ho tloha ka letsatsi le hlahlamang la phomolo, e leng letsatsi leo ka lona le tlisitseng ngata e akgotswang, le tla bala dibeke tse supileng, mme e be dibeke tse phethehileng. Ka letsatsi le hlahlamang beke ya bosupa, e leng letsatsi la mashome a mahlano, le tla etsetsa Morena nyehelo e ntjha ya dijo. Le tlise dinkgwa tse pedi, tse akgotswang, tse tswang malapeng a lona, tse entsweng ka phofo e thumisehileng e boima ba dikilo tse pedi, mme di phehwe di sa lomoswa, e be dilopotsiya tsa Morena. O tla nyehela ka bohobe boo, le ka dikonyana tse supileng, tse nang le selemo, tse se nang sepha; le ka pohwana, le ka dipheleu tse pedi. Tsena e tla ba nyehelo ya setjheso ya Morena, hammoho le nyehelo ya bona ya dijo le nyehelo ya bona ya seno. Ke nyehelo ya setjheso se monko o monate ho Morena. Hape o tla nyehela ka phooko e le nyehelo e tlosang sebe, le ka dikonyana tse pedi tse tona, tse nang le selemo, e le sehlabelo sa nyehelo ya teboho. Moprista o tla di akgotsa hammoho le bohobe bo entsweng ka dilopotsiya, e le nyehelo e akgotswang kapele ho Morena. Tsena, mmoho le dikonyana tse pedi, di tla halalela ho Morena, mme e be tsa moprista. Ka lona letsatsi leo o tla phatlalatsa hore ho tla ba le phutheho e halalelang ya lona, mme le se ke la etsa mosebetsi ofe kapa ofe. Ona e tla ba molao wa mehla yohle melokong ya lona, diahelong tsa lona tsohle. “ Ha le kotula masimo a lona, le se ke la kotudisisa ho ya fihla meeding, mme le se ke la kgwahlapisa moo le seng le kotutse teng. Le siele mofutsana le moeti. Ke nna Morena Modimo wa lona. ” Yaba Morena o bua ho Moshe, o re: “Bua le bana ba Iseraele, o re: Letsatsi la pele la kgwedi ya bosupa e tla ba letsatsi la lona la phomolo, la kgopotso e etswang ka ho letswa ha terompeta; ke la phutheho e halalelang. Le se ke la etsa mosebetsi ofe kapa ofe, le etsetse Morena nyehelo ya setjheso. ” Morena a bua ho Moshe, a re: “Letsatsi la leshome la kgwedi ya bosupa, ke letsatsi la tefelo ya sebe, mme le tla ba le phutheho e halalelang. Le tla itima dijo, le etsetse Morena nyehelo ya setjheso. Ka lona letsatsi lena le se ke la etsa mosebetsi ofe kapa ofe, hobane ke letsatsi la tefelo ya sebe sa lona ho Morena Modimo wa lona. Motho ofe kapa ofe ya sa tlo itima dijo ka letsatsi lena, o tla kgaolwa setjhabeng sa habo. Motho ofe kapa ofe ya etsang mosebetsi ofe kapa ofe ka letsatsi lena, ke tla mo timetsa setjhabeng sa habo. Le se ke la etsa mosebetsi ofe kapa ofe, mme ona e tla ba molao wa mehla yohle melokong ya lona, diahelong tsohle tsa lona. E tla ba letsatsi le leholo la phomolo ya lona, mme le tla itima dijo. Ka phirimana ya letsatsi la borobong la kgwedi eo, le tla boloka Sabatha seo sa lona, ho fihlela ka phirimana e hlahlamang.” Yaba Morena o bua ho Moshe, o re: “Bua le bana ba Iseraele, o re: Ka letsatsi la leshome le metso e mehlano la kgwedi ya bosupa, ke mokete wa maphephe, o ketekelwang Morena ka matsatsi a supileng. Letsatsi la pele ke la phutheho e halalelang; le se ke la etsa mosebetsi ofe kapa ofe. Ka matsatsi a supileng le tla etsetsa Morena nyehelo ya setjheso. Ka letsatsi la borobedi le tla ba le phutheho e halalelang, mme le etsetse Morena nyehelo ya setjheso. Phutheho ena ke ya ho phomola, mme le se ke la etsa mosebetsi ofe kapa ofe. “ Ena ke mekete ya Morena, eo le tla e phatlalatsa hore ke ya phutheho e halalelang, ke ya ho etsetsa Morena nyehelo ya setjheso, le nyehelo ya dijo, le sehlabelo, le nyehelo ya dino, mme nyehelo ka nngwe e etswe ka letsatsi la yona. Tsena ke tse kathoko ho mekete ya Disabatha tsa Morena, le dimpho tsa lona, le dikano tsa lona, le dinyehelo tsa lona tsa boithaopo, tseo le di abelang Morena. “ Empa ka letsatsi la leshome le metso e mehlano la kgwedi ya bosupa, ha le se le bokeletse dijo masimong, le tla keteka mokete wa Morena ka matsatsi a supileng. Letsatsi la pele e tla ba la phomolo, le letsatsi la borobedi e tla ba la phomolo. Ka letsatsi la pele le tla kga ditholwana tsa difate tse ntle, le makala a dipalema, le maswai a difate, le a moduwane wa noka, mme ka matsatsi a supileng le thabe kapele ho Morena. Le tla keteka mokete ona ka matsatsi a supileng, ka selemo se seng le se seng, e le wa Morena. Ona ke molao wa mehla yohle melokong ya lona, mme le tla etsa mokete ona ka kgwedi ya bosupa. “ Le tla phela maphepheng ka matsatsi a supileng, mme matswallwa wohle a naha ya Iseraele a tla phela maphepheng, hore ditloholo tsa lona di tle di tsebe hore ke ile ka phedisa bana ba Iseraele maphepheng, mohla ke neng ke ba ntsha naheng ya Egepeta. Ke nna Morena Modimo wa lona. ” Ka mokgwa ona Moshe a tsebisa bana ba Iseraele mekete e beilweng ya Morena. Morena a bua ho Moshe, a re: “Laela bana ba Iseraele hore ba o tlisetse ole ya mohlwaare e hlwekileng, ya ho bonesa, hore lebone le tle le nne le tuke kamehla. Ka tsatsi le leng le le leng, ho tloha ka phirimana ho fihlela hoseng, Arone o tla le kgantsha ka Tenteng ya Morena, kapele ho Morena, ka kwano ho lesira le siretseng areka ya selekane. Ona ke molao wa mehla yohle melokong ya lona. Arone o tla bea mabone hodima sedulwana sa wona sa kgauta e hlwekileng, hore a tuke kamehla, kapele ho Morena. “O tla nka phofo e thumisehileng, o etse dikuku tse leshome le metso e mmedi; kuku ka nngwe e etswe ka phofo e boima ba kilo e le nngwe. O tla di bea ka mela e mmedi hodima tafole ya kgauta e hlwekileng, kapele ho Morena, mola ka mong o be le dikuku tse tsheletseng. Moleng o mong le o mong o tshele mokubetso, hore e tle e be bohobe ba kgopotso, ba nyehelo ya setjheso e etsetswang Morena. Ka letsatsi le leng le le leng la Sabatha, Arone o tla bea bohobe bona kapele ho Morena kamehla, bo etswa ho bana ba Iseraele, e le selekane sa mehla yohle. Bohobe boo e tla ba ba Arone le bara ba hae; ba tla bo jella sebakeng se halalelang, hobane bo halalela ka ho fetisisa ho yena, kaha bo tswa dinyehelong tsa setjheso tsa Morena, e le molao wa mehla yohle.” Hara bana ba Iseraele ho ne ho ena le monna ya tswetsweng ke mosadi wa Moiseraele, ntatae e le Moegepeta. Monna enwa a ya ho bana ba Iseraele diahelong tsa bona. Yaba o lwana le monna eo e leng Moiseraele wa sebele. Monna enwa ya tswetsweng ke mosadi wa Moiseraele a nyefola lebitso la Morena, a le rohaka. Yaba ba mo isa ho Moshe. Lebitso la mmae e ne e le Shilomite, moradi wa Diberi, wa leloko la Dane. Ba mo kenya tjhankaneng ho fihlela Modimo a ka ba tsebisa taelo ya hae. Morena a bua ho Moshe, a re: “Ya rohakaneng eo, mo ntshetseng kantle ho diahelo, mme bohle ba mo utlwileng ha a rohakana ba bee matsoho a bona hodima hlooho ya hae, ebe setjhaba sohle se mo tlepetsa ka majwe. Jwale o bue le bana ba Iseraele, o re: Motho ofe kapa ofe ya rohakang Modimo wa hae o tla ahlolelwa sebe seo sa hae, mme ya nyefolang lebitso la Morena, ruri o tla bolawa. Setjhaba sohle se tla mo tlepetsa ka majwe e le kannete. Motho e ka ba mojaki kapa letswallwa la naha, ha a nyefola lebitso la Morena o tla bolawa. “ Ha motho a otla motho e mong, mme a mmolaya, le yena o tla bolawa. Ya otlang phoofolo, mme a e bolaya, o tla lefa phoofolo eo ka phoofolo e nngwe. “ Ha motho a holofatsa wa habo, le yena a holofatswe jwalokaha a entse; ho robeha ho lefshwe ka ho robeha, leihlo ka leihlo, leino ka leino, a etswe kamoo le yena a entseng e mong kateng. Ya bolayang phoofolo o tla e lefa, empa ya bolayang motho, le yena o tla bolawa. Le tla ba le molao o le mong o ahlolang mojaki le letswallwa la naha ka ho tshwana, hobane ke nna Morena Modimo wa lona. ” Yaba Moshe o bua le bana ba Iseraele, mme ya rohakaneng ba mo ntshetsa kantle ho diahelo, ba mo tlepetsa ka majwe. Bana ba Iseraele ba etsa jwalokaha Modimo a ne a laetse Moshe. Morena a bua ho Moshe, a le thabeng ya Sinai, a re: “Bua le bana ba Iseraele, o re ho bona: Ha le fihla naheng eo ke le neang yona, masimo a lale, le wona a boloke phomolo ya Morena. Ka dilemo tse tsheletseng o tla lema tshimo ya hao, ka dilemo tse tsheletseng o faole morara o tshimong ya hao, o kotule tseo e di behileng. Empa ka selemo sa bosupa tshimo e tla lala, e be le selemo se seholo sa phomolo, e leng phomolo ya Morena. O se ke wa lema tshimo ya hao, le morara wa tshimo ya hao ya merara o se ke wa o faola. O se ke wa kotula matshwabodi, o se ke wa kga le morara o sa faolwang wa tshimo ya hao ya morara, e be selemo sa hore tshimo e lale. Empa matshwabodi a tla mela ka selemo sa phomolo e tla ba dijo tsa hao, le tsa mohlanka wa hao, le tsa lekgabunyane le hao, le tsa mohiruwa wa hao, le tsa moeti ya phelang tlung ya hao; le diphoofolo tsa hao, le dibatana tsa naha ya heno, matshwabodi ao e tla ba dijo tsa tsona. “ O tla bala dilemo tse supileng tsa phomolo, e be dilemo tse supileng hasupa, e leng dilemo tsa mashome a mane a metso e robong. Ka letsatsi la leshome la kgwedi ya bosupa, o tla letsa lenaka; ka letsatsi la tefelo ya sebe le tla letsa lenaka hara naha yohle ya lona. Le tla halaletsa selemo sa mashome a mahlano, mme le phatlalatse hara naha yohle hore baahi bohle ba yona ba lokolohile. Selemo seo e tla ba sa lona sa mokete wa tokoloho. Motho e mong le e mong a boellwe ke lefa la hae, e mong le e mong a kgutlele ho ba habo. Selemo sa mashome a mahlano e tla ba sa mokete wa lona wa tokoloho. Le se ke la lema letho; le se ke la kotula le matshwabodi, kapa la kga morara o sa kang wa faolwa. Selemo seo ke sa mokete wa tokoloho, mme e tla ba se halalelang ho lona; le tla ja matshwabodi. “ Selemong seo sa mokete wa tokoloho e mong le e mong a boellwe ke lefa la hae. “ Ha o rekisetsa mohaeno ho hong, kapa o reka ho hong ho yena, le se ke la qhekanyetsana. O reke ntho ya mohaeno ho ya ka palo ya dilemo ho tloha mohla mokete wa tokoloho; le yena a o rekisetse ho ya ka palo ya dilemo tsa kotulo tse sa setseng, pele ho fihla mokete o mong wa tokoloho. O tla eketsa theko ho ya ka bongata ba dilemo, o e fokotse ho ya ka bonyenyane ba dilemo, hobane o o rekisetsa kotulo ya dilemo tse hlahlamanang. Le se ke la qhekanyetsana, le mpe le tshabe Modimo wa lona, hobane ke nna Morena Modimo wa lona. “ Le tla boloka melao ya ka, le phethe ditaelo tsa ka, le di phethisise, le tle le phele ka boiketlo naheng eo. Naha e tla beha ditholwana tsa yona, le je, le kgore, mme le phele ka boiketlo ho yona. Ha le ka la ipotsa hore na ka selemo sa bosupa le tla ja eng, ha e le moo le sa tlo lema kapa le kotule, ka selemo sa botshelela ke tla le hlohonolofatsa, mme le tla tjhaya dijo tse lekaneng dilemo tse tharo. Ha le lema ka selemo sa borobedi, le tla be le eja thoko; ka selemo sa borobong, ho fihlela le kotula, le tla be le eja dinyase. “ Naha e se ke ya rekisetswa ruri, hobane ke ya ka, lona le baeti le bajaki ho nna. Naheng yohle eo e leng lefa la lona, le tla dumella hore naha e rekilweng e boelane le monga yona ka ho buseletsa ya e rekileng. “ Ha ngwaneno a futsaneha, mme a rekisa karolo ya lefa la hae, wa habo, ya tswalanang le yena, o tla lopolla seo ngwanabo a se rekisitseng. Ha motho a hloka ba habo, empa a ena le hona ho itefella tjhelete ya topollo, eka kgona a bale dilemo tsa thekiso, ebe o lefa moreki tjhelete e lekanang dilemo tse sa setseng, pele ho mokete wa tokoloho o tlang, mme moreki a mmuseletse seo a se rekileng. Haeba a sitwa ho mo lefa hore a tle a boellwe ke naha, naha eo e tla nne e be ya ya e rekileng, ho fihlela selemo se tlang sa mokete wa tokoloho. Ka selemo sa mokete wa tokoloho, naha eo e tla kgutlela ho monga yona wa pele. “ Ha motho a rekisa ntlo e motseng o kahara lerako, o na le tokelo ya ho e reka hape pele selemo se fela. Tokelo ya hae ya ho e reka e tla nka selemo feela. Empa ha selemo se ka fela e eso lopollwe, ntlo eo e motseng o kahara lerako, e tla ba ya ya e rekileng, le ya ditloholo tsa hae kamehla yohle; e ke ke ya kgutlela ho mong a yona ka mokete wa tokoloho. Empa matlo a metseng e seng kahara marako, wona a tla balellwa e le karolo ya naha e kathoko; a ka lopollwa, mme ka selemo sa mokete wa tokoloho a tla kgutlela ho beng ba wona. “ Metseng ya Balevi teng, matlo a metseng ya bona a ka lopollwa ka dinako tsohle. Ha ntlo ya Molevi e motseng o kahara lerako e rekiswa ke Molevi, empa e sa lopollwe, e tla kgutlela ho mong a yona la selemo sa mokete wa tokoloho, hobane matlo a Balevi, a metseng ya Baiseraele, wona ke lefa la bona. Empa makgulo a mathokong a metse ya bona a ke ke a rekiswa, hobane ke lefa la bona la mehla yohle. “ Ha ngwaneno a futsaneha, mme a sitwa ho iphedisa, o mo thuse jwalokaha o ka thusa moditjhaba kapa mojaki, mme a phele le wena. O se ke wa mmatla tswala kapa phaello, o mpe o tshabe Modimo wa hao, ngwaneno a tle a phele le wena. O se ke wa mo adima tjhelete ya hao ka ho batla tswala, kapa dijo tsa hao ka ho batla phaello. Ke nna Morena Modimo wa lona, ya le ntshitseng naheng ya Egepeta, hore ke tle ke le nee naha ya Kanana, mme ke be Modimo wa lona. “ Ha ngwaneno a futsaneha, mme a ithekisa ho wena, o se ke wa mo sebedisa jwaloka lekgoba. A phele le wena jwaloka mohiruwa kapa jwaloka mojaki, mme a o sebeletse ho fihlela ka selemo sa mokete wa tokoloho. Jwale o tla lokoloha mosebetsing wa hao, yena le bana ba hae, a kgutlele ho ba lelapa la hae, le leruong la bo-ntatae, hobane ke bahlanka ba ka bao ke ba ntshitseng naheng ya Egepeta, mme ba ke ke ba rekiswa jwalokaha ho rekiswa makgoba. O se ke wa ba sotla, o mpe o tshabe Modimo wa hao. “ Empa makgoba le makgabunyane e tla nne e be a hao, e be a tswang ditjhabeng tse haufi le wena; ho tsona o ka reka makgoba kapa makgabunyane. Le bana ba bajaki ba jakileng ho lona le ka ba reka, esita le ditloholo tsa bona tse tswaletsweng naheng ya lona. E tla ba leruo la hao. Le tla ba siela ditloholo tsa lona hore e be lefa la tsona, mme di ba etse makgoba a mehla yohle. Empa bana beno, ba Baiseraele, le se ke la ba sotla. “ Ha moditjhaba kapa mojaki ya ahelaneng le wena a rua, eba ngwaneno ya pela hae o a futsaneha, mme o ithekisa ho moditjhaba kapa mojaki eo ya ahelaneng le wena, kapa o ithekisa ho setloholo sa lelapa la moditjhaba eo; ha a se a ithekisitse o tla ba le tokelo ya ho lopollwa. E mong wa bana babo a ka mo lopolla. Rangwanae, kapa mora wa rangwanae, kapa e mong ya tswalanang le yena, a ka mo lopolla; kapa haeba a ena le matla a ka itopolla. Eo o tla rerisana le ya mo rekileng, ba bale nako ho tloha selemong seo a ithekisitseng ka sona, ho ya fihla selemong sa mokete wa tokoloho, mme tjhelete ya topollo e lekane le palo ya dilemo, e balwe ho ya ka tjhelete e lefuwang mohiruwa. Haeba ho sa setse dilemo tse ngata pele ho mokete wa tokoloho, morekuwa o tla buseletsa moreki tjhelete e lekanang dilemo tseo. Haeba mokete wa tokoloho o saletswe ke dilemo tse seng kae, o tla itefella tjhelete ya topollo, e lekanang dilemo tseo tse sa setseng. O tla phela le moditjhaba eo e le mosebeletsi ya lefuwang ka selemo le selemo, mme monga hae a se ke a mo sotla moo o ntseng o bona. “ Empa haeba a sa lopollwe ka dilemo tsena tse sa setseng, o tla lokoloha ka selemo sa mokete wa tokoloho, yena le bana ba hae. Bana ba Iseraele ke bahlanka ba ka; ke bahlanka ba ka, bao ke ba ntshitseng naheng ya Egepeta. Ke nna Morena Modimo wa lona. “ Le se ke la iketsetsa medimo ya bohata, le ditshwantsho tse betlilweng, kapa la itlhomela difika tseo le di kgumamelang; le se ke la haha ditshwantsho tsa majwe naheng ya lona, ho di kgumamela, hobane ke nna Morena Modimo wa lona. “ Le tla boloka Disabatha tsa ka, mme le hlomphe Sehalalelo sa ka. Ke nna Morena. “ Ha le tsamaya ho ya ka ditaelo tsa ka, le boloka melao ya ka, le e phetha, ke tla le nesetsa pula ka nako ya yona, mme masimo a tla ba le tjhai, le difate tsa naha di behe ditholwana tsa tsona. Nako ya lona ya ho pola e tla be e fihlelwe ke nako ya ho kotula morara; le nako ya ho kotula morara e be e fihlelwe ke ya ho lema. Le tla ja dijo tsa lona, le kgore, le phele naheng ya lona ka boiketlo. “ Ke tla le nea kgotso lefatsheng, mme le tla ithoballa, ho se letho le le tshwenyang. Dibatana tse harolang ke tla di fedisa lefatsheng, le ba lwanang ka sabole ba ke ke ba hlasela naha ya lona. Le tla lelekisa dira tsa lona, mme le tla di bolaya ka sabole. Ba bahlano ba lona ba tla lelekisa ba lekgolo, ba lekgolo ba lona ba lelekise ba kete di leshome, mme le bolaye dira tsa lona ka sabole. “ Ke tla le hlompha, ke le atise, ke le ngatafatse, ke be ke tiise selekane sa ka le lona. Le tla ja thoko eo le tla e tlohela ha kotulo e ntjha e fihla. Ke tla hloma Tente ya ka kahara lona, mme lona nke ke ka le hloya. Ke tla phela kahara lona, ke be Modimo wa lona, lona le be setjhaba sa ka. Ke nna Morena Modimo wa lona, ya le ntshitseng naheng ya Egepeta, e le hore le se ke la ba makgoba a bona. Ke fedisitse matla a neng a le hateletse, ka etsa hore le tsamaye ka bolokolohi. “ Empa haeba le ke ke la mmamela, la se ke la boloka melao ena yohle; haeba le furalla ditaelo tsa ka, le nyedisa dikahlolo tsa ka, le sa boloke melao ya ka yohle, le senya selekane sa ka; le nna ke tla etsa jwalo ho lona, ke le hlorise ka lefu la lefuba, le la feberu le foufatsang, le le fedisang. Le tla lemela ntataselala, hobane dira tsa lona di tla ja dijalo tsa lona. Ke tla le halefela, mme le tla bolaelwa moo dira tsa lona di le bonang. Ba le hloileng ba tla le busa, mme le tla baleha ho se ya le lelekisang. “ Haeba, le ka lebaka la dintho tsena, le ntse le sa mmamele, ke tla le otlela dibe tsa lona, mme ke menahanye kotlo ya lona hasupa. Ke tla fedisa matla ao le ikgohomosang ka wona, lehodimo le ke ke la le nesetsa pula, mme lefatshe la lona le tla omella jwaloka tshepe. Le tla sebeletsa lelea, hobane masimo a lona a ke ke a beha letho, le difate tsa naha ha di na ho beha ditholwana. “ Haeba le ntwantsha, le hana ho mmamela, ke tla le tlisetsa diwa tse ngata, tse menahaneng hasupa, ka baka la dibe tsa lona. Ke tla le romela dibatana tse hlaha, tse tla harola bana ba lona, di fedise diphoofolo tsa lona, di fokotse palo ya lona, mme ditsela tsa lona di mele mohlwa. “ Haeba, le ka lebaka la dintho tsena, le ntse le sa ikokobeletse nna, empa le ntse le ntwantsha, le nna ke tla le lwantsha. Ke tla le otlela dibe tsa lona, mme ke menahanye kotlo ya lona hasupa. Ke tla le bolaya ka sabole, ho phetetsa selekane sa ka hobane le se sentse. Leha le ka la phuthehela metseng ya lona, ke tla le romela lefu la sewa, mme ke le neele dira tsa lona. Ke tla le amoha dijo tsa lona, mme le tla apehelwa bohobe ka seboping se le seng ke basadi ba leshome. Ba tla le methela bohobe; le tla ja, empa le ke ke la kgora. “ Haeba, le ka lebaka la dintho tsena, le ntse le sa mmamele, le ntse le ntwantsha, ke tla le lwantsha ke le halefetse, ke le otlele dibe tsa lona, mme ke menahanye kotlo ya lona hasupa. Le tla ja nama ya bara le baradi ba lona. Ke tla senya dibaka tsa lona tsa borapedi tse maralleng, ke heletse dialetare tsa lona tsa ho tjhesetsa mokubetso, ke akgele ditopo tsa lona hodima ditopo tsa medimo ya lona, mme ke le nyonye. Ke tla fetola metse ya lona masupi, ke falatse dibaka tsa lona tsa borapedi, ke se ke ka amohela monko o monate wa ditjheso tsa lona. Naha ya lona e tla fetoha nanaola, mme dira tsa lona tse ahileng moo di tla e makalla. Ke tla le qhalanyetsa hara ditjhaba, ke le bolaye ka sabole, naha ya lona e fetohe nanaola, le metse ya lona e fetohe masupi. “ Jwale naha e tla thabela dilemo tsa phomolo ya yona, ka matsatsi wohle ao e ntseng e se na baahi ka wona, ha lona le le naheng ya dira tsa lona. Jwale naha e tla phomola, e thabele phomolo ya yona. Ka matsatsi wohle ao e ntseng e se na baahi ka wona, naha e tla phomola, e fumane phomolo eo e neng e e hloka ha le ne le ahile ho yona. “ Ha e le masalla a lona, ke tla a etsa makwala naheng ya dira tsa wona. A tla tshoha difotle, a phaphathehe jwalokaha eka a baleha sabole, le hoja ho se ya a lelekisang. A tla hatana hodimo jwalokaha eka a baleha sabole, le hoja ho se ya a lelekisang, mme a tla hloka matla a ho lwantsha dira tsa wona. Le tla shwella hara baditjhaba, mme naha ya dira tsa lona e tla ba mabitla a lona. Batho ba masalla a lona ba tla shwella bokgopong ba bona, le makgopong a bo-ntata bona, ba ntse ba le naheng ya dira tsa bona, ba tla shwa le makgopo ao. “ Batho bao ba masalla ba tla ipolela makgopo a bona, le makgopo a bo-ntata bona, le ditshito tsa bona tseo ba ntshitetsweng ka tsona; le hore ba ile ba ntwantsha. Le nna he, ke ile ka ba lwantsha, ka ba tlisa naheng ya dira tsa bona. Empa haeba dipelo tsa bona tse thatathata di ka ikokobetsa, mme ba dumela ho otlelwa makgopo a bona, le nna he, ke tla hopola selekane sa ka le Jakobo, le selekane sa ka le Isaka; le selekane sa ka le Aborahama ke tla se hopola, mme le naha ke tla e hopola. Ba tla furalla naha, mme e tla thabela dilemo tsa phomolo ya yona, ha e ntse e se na baahi. Ba tla dumela ho otlelwa makgopo a bona, hobane ba ile ba furalla ditaelo tsa ka, mme ba hloya melao ya ka. Empa leha ho le jwalo, ha ba le naheng ya dira tsa bona ha ke na ho ba lahla; ha ke na ho ba hloya hoo nka ba timetsang ho hang, ka ba ka senya selekane sa ka le bona, hobane ke nna Morena Modimo wa bona. Empa ka baka la bona, ke tla hopola selekane sa baholoholo ba bona, bao ke ileng ka ba ntsha naheng ya Egepeta, moo ditjhaba di ntseng di bona, hore ke tle ke be Modimo wa bona. Ke nna Morena. ” Tsena ke ditaelo, le dikahlolo, le melao eo Modimo a neng a e etse pakeng tsa hae le bana ba Iseraele ka Moshe, a le thabeng ya Sinai. Morena a bua ho Moshe, a re: “Bua le bana ba Iseraele, o re ho bona: Ha motho a rata ho phetha kano ya hore o tla nyehella Morena ka motho ya tla lefellwa tjhelete ya topollo, monna eo dilemo tsa hae di leng dipakeng tsa dilemo tse mashome a mabedi le mashome a tsheletseng, tjhelete ya topollo ya hae e tla ba silefera e etsang boima ba dikeramo tse makgolo a tsheletseng tse lekantsweng ka tekanyo e sebediswang ka Sehalalelong. Haeba e le mosadi, yena tjhelete ya topollo ya hae e tla ba silefera e etsang boima ba dikeramo tse makgolo a mararo. Haeba e le moshanyana ya dilemo di hlano ho isa ho tse mashome a mabedi, yena tjhelete ya topollo ya hae e tla ba silefera e etsang boima ba dikeramo tse makgolo a mabedi, mme ha e le ngwanana e be silefera e etsang boima ba dikeramo tse lekgolo le leshome. Haeba e le ngwana wa moshanyana ya kgwedi ho isa dilemong tse hlano, tjhelete ya topollo ya hae e tla ba silefera e etsang boima ba dikeramo tse mashome a mahlano a metso e mehlano, mme ha e le ngwana wa ngwanana yena tjhelete ya topollo ya hae e tla ba silefera e etsang boima ba dikeramo tse mashome a mararo a metso e mehlano. Haeba dilemo tsa motho di tloha ho tse mashome a tsheletseng ho ya hodimo, mme e le monna, tjhelete ya topollo ya hae e tla ba silefera e etsang boima ba dikeramo tse lekgolo le mashome a supileng; athe ha e le mosadi e tla ba silefera e etsang boima ba dikeramo tse lekgolo le leshome. Haeba motho ya entseng kano a futsanehile hoo a sitwang ho lefa tjhelete e beilweng, motho eo o tla hlahiswa kapele ho moprista, mme moprista o tla lekanya tjhelete ya topollo ya hae, ho ya ka matla a ya entseng kano. “ Haeba ho entswe kano ka phoofolo e ka nyehellwang Morena, e le sehlabelo, phoofolo eo yohle e abelwang Morena e tla halalela. Motho eo a se ke a tlisa ho hong bakeng sa yona, kapa a tlisa esele; bakeng sa e ntle a se ke a tlisa e mpe, kapa bakeng sa e mpe a tlisa e ntle. Haeba a ka ananya phoofolo eo ka phoofolo esele, bobedi ba tsona di tla halalela. Haeba e le phoofolo e sa hlwekang, e ke keng ya nyehellwa Morena e le sehlabelo, o tla tlisa phoofolo eo kapele ho moprista. Moprista o tla hakanya theko ya yona ho ya ka hore na e ntle kapa e mpe, mme ho tla uwa kamoo moprista a hakanyang kateng. Empa haeba ya entseng kano a rata ho lefa tjhelete ya topollo ya phoofolo eo, o tla e eketsa ka karolo e le nngwe ho tse hlano tsa tjhelete e hakantsweng. “ Ha motho a kgethela Morena ntlo ya hae hore e halalele ho Morena, moprista o tla hakanya theko ya yona ho ya ka hore na e ntle kapa e mpe, mme theko ya yona e tla ba kamoo moprista a e hakantseng kateng. Empa haeba motho ya kgethetseng Morena ntlo ya hae a rata ho e lopolla, o tla eketsa ka karolo e le nngwe ho tse hlano tsa tjhelete e hakantsweng, mme ntlo e tla boela e eba ya hae. “ Ha motho a kgethela Morena karolo e nngwe ya tshimo ya hae eo e leng lefa la hae, kgakanyo e tla etswa ho ya ka peo e jalang karolo eo ya tshimo. Peo ya harese e boima ba dikilo tse mashome a mabedi e tla ba silefera e etsang boima ba dikeramo tse makgolo a tsheletseng. Haeba motho a kgethela Morena tshimo ya hae ka selemo sa mokete wa tokoloho, theko ya yona e tla ba kamoo e hakantsweng kateng. Empa haeba motho a kgethela Morena tshimo ya hae kamora selemo sa mokete wa tokoloho, moprista o tla mo hakanyetsa theko ya yona ho ya ka dilemo tse sa setseng ho ya fihla selemong sa mokete wa tokoloho o tlang, ebe e tloswa tjheleteng ya tshimo, e hakantsweng. Haeba ya kgethetseng Morena tshimo eo a rata ho e lopolla, o tla eketsa ka karolo e le nngwe ho tse hlano tsa tjhelete e hakantsweng, mme tshimo e tla boela e eba ya hae. Empa haeba a sa lopolle tshimo eo, eba o e rekiseditse motho e mong, e ke ke ya hlola e lopollwa. Ka selemo sa mokete wa tokoloho, tshimo eo e tla lopollwa e se e halalela ho Morena, e le tshimo e abilweng, mme e tla ba ya moprista, e be lefa la hae. “ Haeba motho a kgethela Morena tshimo eo a e rekileng, e se ya lefa la hae, moprista o tla mo hakanyetsa tjhelete e lekaneng dilemo tse sa setseng ho ya fihla moketeng wa tokoloho o tlang, mme motho eo o tla ntsha tjhelete e hakantsweng ka lona letsatsi leo, e abelwe Morena e le ntho e halalang. Ka selemo sa mokete wa tokoloho, tshimo eo e tla boela ho motho eo ya e rekisitseng, eo tshimo e neng e le lefa la hae. Kgakanyo yohle e tla lekanngwa ka tekanyo e sebediswang ka Sehalalelong. Digera tse mashome a mabedi ke dikeramo tse leshome le motso o le mong. “ Ho se be motho ya ka kgethelang Morena matsibolo a diphoofolo tsa hae, hobane wona ke a Morena; e ka ba matsibolo a kgomo, kapa a nku, ke a Morena. Haeba e le phoofolo e sa hlwekang, motho o tla e lopolla ho ya ka kgakanyo ya hao, mme o tla eketsa ka karolo e le nngwe ho tse hlano tsa tjhelete ya topollo. Haeba a sa e lopolle, e tla rekiswa ka tjhelete eo o e hakantseng. “ Empa ntho efe kapa efe e abilweng, eo motho a e abelang Morena, eo e leng ya motho ya e abang; e ka ba motho, kapa phoofolo, kapa tshimo eo e leng lefa la hae, e ke ke ya rekiswa kapa ya lopollwa. Ntho e nngwe le e nngwe e abilweng, e halalela ka ho fetisisa ho Morena. “ Motho ofe kapa ofe ya lelekilweng setjhabeng sa habo, a ke ke a lopollwa; ruri o tla bolawa. “ Karolo e nngwe le e nngwe ho tse leshome tsa kotulo ya naha, le ya peo e jalwang masimong, kapa ya ditholwana tsa difate, ke ya Morena; e a halalela. Haeba motho a rata ho lopolla karolo ya hae e le nngwe ho tse leshome, o tla e eketsa ka karolo ya yona e le nngwe ho tse hlano. Karolo e nngwe le e nngwe ya leshome, dikgomong, kapa dikgutshwaneng, tsohle tseo modisa a di balang ka molamu wa hae, e leng phoofolo e nngwe le nngwe ya leshome, e tla halalela ho Morena. Motho a se ke a hlahloba hore na e ntle kapa e mpe; le hona a se ke a e ananya ka e nngwe. Haeba a ka e ananya, yona le eo e anantsweng, bobedi di a halalela, mme di ke ke tsa lopollwa. ” Ena ke melao eo Morena a e laetseng Moshe bakeng sa bana ba Iseraele, a le thabeng ya Sinai. Ka letsatsi la pele la kgwedi ya bobedi, selemong sa bobedi bana ba Iseraele ba tlohile naheng ya Egepeta, ha Moshe a le ka Tenteng ya Morena, lehwatateng la Sinai, Morena a bua ho Moshe, a re: “Balang setjhaba sohle sa bana ba Iseraele ka malapa abo bona, le ka matlo a bo-ntata bona, ho ya ka palo ya mabitso a banna bohle. Wena le Arone le bale banna bohle bao e ka bang bahlabani ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mabedi, ho ya hodimo; le ba bale ka mabotho a bona. Morabeng o mong le o mong le nke monna a le mong ya tla le thusa, e be monna eo e leng hlooho ya lelapa labo. “Ana ke mabitso a banna ba tla le thusa: Lapeng la Rubene e be Elesure mora wa Shedeure. Lapeng la Simeone e be Shelomiele mora wa Surishadai. Lapeng la Juda e be Naheshone mora wa Aminadabe. Lapeng la Isakare e be Netanele mora wa Suare. Lapeng la Sebulone e be Eliabe mora wa Helone. Hara bana ba Josefa: lapeng la Efraime e be Eleshama mora wa Amihude; lapeng la Manase e be Gamaleele mora wa Pedasure. Lapeng la Benjamine e be Abidane mora wa Gidoni. Lapeng la Dane e be Ahiesere mora wa Amishadai. Lapeng la Ashere e be Pagiele mora wa Okerane. Lapeng la Gade e be Eleasafo mora wa Deuele. Lapeng la Nafthali e be Ahira mora wa Enane.” Bana ke bona ba ileng ba kgethwa hara setjhaba, e le dihlooho tsa malapa a bo-ntata bona, mahosana a diketekete tsa Baiseraele. Jwale Moshe le Arone ba nka banna bana ba boletsweng ka mabitso: Ka letsatsi la pele la kgwedi ya bobedi, ba kgobokanya setjhaba sohle. Monna e mong le e mong, ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho ya hodimo, a bolela lebitso la hae le leloko la hae, ho ya ka morabe wa hae le lelapa la hae. Moshe a ba bala ba le lehwatateng le Sinai, jwalokaha Morena a ne a mo laetse. Ha balwa bana ba Rubene, letsibolo la Iseraele, ho ya ka meloko ya bona, le ka malapa abo bona, le ka matlo a bo-ntata bona; le ho ya ka mabitso a banna bohle bao e ka bang bahlabani, ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho ya hodimo. Ba morabe wa Rubene ba ileng ba balwa ya eba dikete tse mashome a mane a metso e tsheletseng le makgolo a mahlano. Ha balwa bana ba Simeone, ho ya ka meloko ya bona, le ka malapa abo bona, le ka matlo a bo-ntata bona; le ho ya ka mabitso a banna bohle bao e ka bang bahlabani, ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho ya hodimo. Ba morabe wa Simeone ba ileng ba balwa ya eba dikete tse mashome a mahlano a metso e robong le makgolo a mararo. Ha balwa bana ba Gade, ho ya ka meloko ya bona, le ka malapa abo bona, le ka matlo a bo-ntata bona; le ho ya ka mabitso a banna bohle bao e ka bang bahlabani, ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho ya hodimo. Ba morabe wa Gade ba ileng ba balwa ya eba dikete tse mashome a mane le metso e mehlano le makgolo a tsheletseng le mashome a mahlano. Ha balwa bana ba Juda ho ya ka meloko ya bona, le ka malapa abo bona, le ka matlo a bo-ntata bona; le ho ya ka mabitso a banna bohle bao e ka bang bahlabani, ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mabedi, ho ya hodimo. Ba morabe wa Juda ba ileng ba balwa ya eba dikete tse mashome a supileng le metso e mene le makgolo a tsheletseng. Ha balwa bana ba Isakare ho ya ka meloko ya bona, le ka malapa abo bona, le ka matlo a bo-ntata bona; le ho ya ka mabitso a banna bohle bao e ka bang bahlabani, ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mabedi, ho ya hodimo. Ba morabe wa Isakare ba ileng ba balwa ya eba dikete tse mashome a mahlano le metso e mene le makgolo a mane. Ha balwa bana ba Sebulone ho ya ka meloko ya bona, le ka malapa abo bona, le ka matlo a bo-ntata bona; le ho ya ka mabitso a banna bohle bao e ka bang bahlabani, ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mabedi, ho ya hodimo. Ba morabe wa Sebulone ba ileng ba balwa ya eba dikete tse mashome a mahlano le metso e supileng le makgolo a mane. Hara bana ba Josefa ha balwa bana ba Efraime ho ya ka meloko ya bona, le ka malapa abo bona, le ka matlo a bo-ntata bona; le ho ya ka mabitso a banna bohle bao e ka bang bahlabani, ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho ya hodimo. Ba morabe wa Efraime ba ileng ba balwa ya eba dikete tse mashome a mane le makgolo a mahlano. Ha balwa bana ba Manase ho ya ka meloko ya bona, le ka malapa abo bona, le ka matlo a bo-ntata bona; le ho ya ka mabitso a banna bohle bao e ka bang bahlabani, ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho ya hodimo. Ba morabe wa Manase ba ileng ba balwa ya eba dikete tse mashome a mararo le metso e mmedi le makgolo a mabedi. Ha balwa bana ba Benjamine ho ya ka meloko ya bona, le ka malapa abo bona, le ka matlo a bo-ntata bona; le ho ya ka mabitso a banna bohle bao e ka bang bahlabani, ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho ya hodimo. Ba morabe wa Benjamine ba ileng ba balwa ya eba dikete tse mashome a mararo le metso e mehlano le makgolo a mane. Ha balwa bana ba Dane ho ya ka meloko ya bona, le ka malapa abo bona, le ka matlo a bo-ntata bona; le ho ya ka mabitso a banna bohle bao e ka bang bahlabani, ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho ya hodimo. Ba morabe wa Dane ba ileng ba balwa ya eba dikete tse mashome a tsheletseng le metso e mmedi le makgolo a supileng. Ha balwa bana ba Ashere ho ya ka meloko ya bona, le ka malapa abo bona, le ka matlo a bo-ntata bona; le ho ya ka mabitso a banna bohle bao e ka bang bahlabani, ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho ya hodimo. Ba morabe wa Ashere ba ileng ba balwa ya eba dikete tse mashome a mane le motso o le mong le makgolo a mahlano. Ha balwa bana ba Nafthali ho ya ka meloko ya bona, le ka malapa abo bona, le ka matlo a bo-ntata bona; le ho ya ka mabitso a banna bohle bao e ka bang bahlabani, ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho ya hodimo. Ba morabe wa Nafthali ba ileng ba balwa ya eba dikete tse mashome a mahlano le metso e meraro le makgolo a mane. Bana ke bona bohle bao bo-Moshe le Arone ba ileng ba ba bala, ba ena le mahosana a Iseraele, e leng banna ba leshome le metso e mmedi; e mong le e mong wa bona e le hlooho ya lelapa labo. Ena ke palo ya bana bohle ba Iseraele ba ileng ba balwa ho ya ka matlo a bo-ntata bona, bao e neng e ka ba bahlabani ba mabotho a Iseraele, ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho ya hodimo. Bohle ba ileng ba balwa ya eba dikete tse makgolo a tsheletseng le metso e meraro le makgolo a mahlano le mashome a mahlano. Empa ha e le Balevi bona ha ba a ka ba balellwa le ba merabe e meng. Morena a bua ho Moshe, a re: “E be ba morabe wa Levi feela bao o sa tlo ba bala, mme palo ya bona o se ke wa e balella le ya bana ba Iseraele. O kgethe Balevi hore e be bona balebedi ba Tente ya Morena, e kentseng areka ya selekane, le balebedi ba dijana tsohle tsa yona, le thepa yohle ya yona. Ba tla jara Tente le dijana tsohle tsa yona, e be basebeletsi ka ho yona, mme diahelo tsa bona di e potapote. Ha ho tsamauwa, Balevi ba tla kgokgotholla Tente; moo ho robaletswang teng, ba tla e hloma, mme e mong osele ya atamelang pela yona o tla bolawa. Moo bana ba Iseraele ba tla hloma teng, monna e mong le e mong a robale pela tente ya hae, monna e mong le e mong pela mokgele wa hae, ho ya ka mabotho a bona. Balevi bona ba tla robala ba potapotile Tente ya Morena e kentseng areka ya selekane, e le hore setjhaba sa bana ba Iseraele se se ke sa halefelwa ke Modimo. Balevi ba tla lebela Tente ya Morena e kentseng areka ya selekane.” Bana ba Iseraele ba etsa jwalo; ba etsa tsohle jwalokaha Morena a ne a laetse Moshe. Morena a bua ho Moshe le ho Arone, a re: “Ha bana ba Iseraele ba hloma ditente tsa bona, e mong le e mong wa bona a be pela mokgele wa hae, tlasa folakga ya ntlo ya ntatae. Ba tla hloma ditente tsa bona di potapotile Tente ya Morena, feela ba be hojana le yona. “Ba tla hloma ka botjhabela e tla ba ba nkileng mokgele wa mokgetho wa Juda, ho ya ka mabotho a bona. Kgosana ya bana ba Juda e tla ba Naheshone, mora wa Aminadabe. Palo ya lebotho la hae e ne e le dikete tse mashome a supileng le metso e mene le makgolo a tsheletseng. “Ba tla hloma pela Juda e tla ba ba morabe wa Isakare, mme kgosana ya morabe wa Isakare e tla ba Netanele mora wa Suare. Palo ya lebotho la hae e ne e le dikete tse mashome a mahlano le metso e mene le makgolo a mane. “Jwale e be morabe wa Sebulone, mme kgosana ya bana ba Sebulone e tla ba Eliabe, mora wa Helone. Palo ya lebotho la hae e ne e le dikete tse mashome a mahlano le metso e supileng le makgolo a mane. “Palo yohle ya mokgetho wa Juda e ne e le dikete tse lekgolo le mashome a robedi a metso e tsheletseng le makgolo a mane ho ya ka mabotho a bona, mme ke bona ba tla tloha pele. “Ba nkileng mokgele wa mokgetho wa Rubene ba tla ba ka borwa, ho ya ka mabotho a bona. Kgosana ya bana ba Rubene e tla ba Elesure, mora wa Shedeure. Palo ya lebotho la hae e ne e le dikete tse mashome a mane a metso e tsheletseng le makgolo a mahlano. “Ba tla hloma pela hae e tla ba ba morabe wa Simeone, mme kgosana ya bana ba Simeone e tla ba Shelomiele, mora wa Surishadai. Palo ya lebotho la hae e ne e le dikete tse mashome a mahlano le metso e robong le makgolo a mararo. “Jwale e be morabe wa Gade, mme kgosana ya bana ba Gade e tla ba Eleasafo, mora wa Reuele. Palo ya lebotho la hae e ne e le dikete tse mashome a mane le metso e mehlano le makgolo a tsheletseng le mashome a mahlano. “Palo yohle ya mokgetho wa Rubene e ne e le dikete tse lekgolo le mashome a mahlano le motso o le mong, le makgolo a mane le mashome a mahlano, ho ya ka mabotho a bona, mme ke bona ba tla latela ba tlohileng pele. “Jwale Tente ya Morena e tla tloha e jerwe, mokgetho wa Balevi o tsamaye pakeng tsa mekgetho e mmedi e kapele, le e mmedi e kamorao; mekgetho e tsamaye ka ho hlahlamana, jwalokaha e ne e hlahlamantswe ha ho hlongwa; monna e mong le e mong a be sebakeng sa hae, pela mokgele wa hae. “Ba nkileng mokgele wa mokgetho wa Efraime, ho ya ka mabotho a bona, ba be ka lehlakoreng le ka bophirimela. Kgosana ya bana ba Efraime e tla ba Eleshama, mora wa Amihude. Palo ya ba badilweng ba lebotho la hae ya eba dikete tse mashome a mane le makgolo a mahlano. “Pela bao e tla ba ba morabe wa Manase. Kgosana ya bana ba Manase e tla ba Gamaleele, mora wa Pedasure. Palo ya ba badilweng ba lebotho la hae ya eba dikete tse mashome a mararo le metso e mmedi le makgolo a mabedi. “Jwale e be morabe wa Benjamine. Kgosana ya bana ba Benjamine e tla ba Abidane, mora wa Gidoni. Palo ya ba badilweng ba lebotho la hae ya eba dikete tse mashome a mararo le metso e mehlano le makgolo a mane. “Bohle ba badilweng ba mokgetho wa Efraime ya eba dikete tse lekgolo le metso e robedi le lekgolo, ho ya ka mabotho a bona, mme e tla ba ba boraro ba tlohang. “Ba nkileng mokgele wa mokgetho wa Dane ba tla ba ka lehlakoreng le ka leboya, ho ya ka mabotho a bona. Kgosana ya bana ba Dane e tla ba Ahiesere, mora wa Amishadai. Palo ya ba badilweng ba lebotho la hae ya eba dikete tse mashome a tsheletseng le metso e mmedi le makgolo a supileng. “Pela bao e tla ba ba morabe wa Ashere. Kgosana ya bana ba Ashere e tla ba Pagiele, mora wa Okerane. Palo ya ba badilweng ba lebotho la hae ya eba dikete tse mashome a mane le motso o le mong le makgolo a mahlano. “Jwale e be morabe wa Nafthali. Kgosana ya bana ba Nafthali e tla ba Ahira, mora wa Enane. Palo ya ba badilweng ba lebotho la hae ya eba dikete tse mashome a mahlano le metso e meraro le makgolo a mane. “Bohle ba badilweng ba mokgetho wa Dane ya eba dikete tse lekgolo le mashome a mahlano le metso e supileng le makgolo a tsheletseng, mme bona e tla ba ba ho qetela ba tlohang.” Bana ke bana ba Iseraele ba ileng ba balwa, ho ya ka matlo a bo-ntata bona. Bohle ba mekgetho ba badilweng ho ya ka mabitso a bona ya eba dikete tse makgolo a tsheletseng le metso e meraro le makgolo a mahlano le mashome a mahlano. Empa ha e le Balevi ha ba a ka ba balellwa le bana ba Iseraele, jwalokaha Morena a ne a laetse Moshe. Bana ba Iseraele ba etsa jwalokaha Morena a ne a laetse Moshe. Ba hloma pela mekgele ya bona, ba tswela pele leetong, e mong le e mong le ba lelapa la hae, ho ya ka matlo a bo-ntata bona. Ena ke meloko ya Arone le Moshe, mohla Morena a neng a bua ho Moshe a le hodima thaba ya Sinai. Ana ke mabitso a bara ba Arone: Letsibolo ke Nadabe, e be Abihu, le Eleasare, le Itamare. Ana ke mabitso a bara ba Arone, bao a ileng a ba tlotsa hore e be baprista; a ba a ba halaletsa hore ba tle ba sebeletse e le baprista. Nadabe le Abihu ba ile ba shwella kapele ho Morena, ha ba nyehella Morena ka mollo o sa halaleleng, lehwatateng la Sinai. Ba ne ba se na bana. Yaba Eleasare le Itamare ba sebeletsa e le baprista, moo ntata bona a ntseng a le teng. Morena a bua ho Moshe, a re: “Atametsa ba morabe wa Levi, o ba hlahise kapele ho moprista Arone, hore ba mo sebeletse. Ba tla phetha ditshebeletso tsa hae le ditshebeletso tsa phutheho yohle kapele ho Tente ya Morena, ba etse ditshebeletso tsa Leaho. Ba tla boloka dijana tsohle tsa Tente ya Morena, ba etse ditshebeletso tsa bana ba Iseraele le ditshebeletso tsa Leaho. Balevi bona o ba nee Arone le bara ba hae; ke mo neile bona ka ho tlala hara bana ba Iseraele. Arone le bara ba hae bona o tla ba kgethela ho ba baprista, empa e mong osele ya tla atamela o tla bolawa.” Morena a bua ho Moshe, a re: “Bona, nna ka sebele ke nkile Balevi hara bana ba Iseraele, bakeng sa matsibolo wohle a bana ba Iseraele. Balevi e tla ba ba ka, hobane matsibolo wohle ke a ka. Ka letsatsi leo ke neng ke bolaya matsibolo a naha ya Egepeta ka lona, ke ne ke halaletse matsibolo wohle a Baiseraele, a batho le a diphoofolo, hore e be a ka. Ke nna Morena.” Morena a bua ho Moshe, a le lehwatateng la Sinai, a re: “Bala bana ba Levi ho ya ka matlo a bo-ntata bona, le ka malapa abo bona; o bale e mong le e mong e motona, ho tloha ka ya nang le kgwedi ho ya hodimo.” Yaba Moshe o ba bala ho ya ka taelo ya Morena, kamoo a neng a laetswe kateng. Ana ke mabitso a bara ba Levi: Gereshone, le Kohate, le Merari. Ana ke mabitso a bara ba Gereshone ho ya ka malapa abo bona: Lebeni le Shimei. Bara ba Kohate, ho ya ka malapa abo bona: Amorare, le Isihare, le Heborone, le Usiele. Bara ba Merari, ho ya ka malapa abo bona: Mahele, le Mushi; ana ke malapa a Balevi ho ya ka matlo a bo-ntata bona. Ho Gereshone ho tswile leloko la Balebeni, le leloko la Bashimei. Ana ke maloko a tswang ho Gereshone. Palo ya ba maloko ana, ho ya ka bohle ba batona, ba badilweng, ho tloha ka ba nang le kgwedi ho ya hodimo, ya eba dikete tse supileng le makgolo a mahlano. Malapa a ba leloko la Gereshone a ne a emisa kamora Leaho, ka bophirimela. Kgosana ya leloko la Gereshone e ne e le Eleasafo, mora wa Laele. Mosebetsi wa bana ba Gereshone ka Tenteng ya Morena, e ne e le ho hlokomela Leaho, Tente ya Morena, le marulelo a yona, le lesira la monyako wa Tente ya Morena; le masira a seotlwana, le lesira la monyako wa seotlwana, le pela Tente ya Morena le aletare; le dikgwele tsa yona, le ditshebeletso tsohle tsa yona. Ho Kohate ho tswile lelapa la Amorame, le ba lelapa la Isihare, le ba lelapa la Heborone, le ba lelapa la Usiele. Bana ke bona ba leloko la Kohate. Ho ya ka palo ya bohle ba batona, ho tloha ka ba nang le kgwedi ho ya hodimo, ya eba dikete tse robedi le makgolo a tsheletseng; ya eba bona ba hlokomelang Sehalalelo. Malapa a bara ba Kohate a ne a emisa ka borwa ho Tente ya Morena. Kgosana ya ntlo ya Kohate e ne e le Elesafane, mora wa Usiele. Mosebetsi wa bona e ne e le ho hlokomela areka, le sedulwana sa lebone, le dialetare, le dijana tse Sehalalelo tseo ba sebeletsang ka tsona; le lesira, le ditshebeletso tsohle tsa sona. Mookamedi wa mahosana a Balevi e ne e le Eleasare, mora wa moprista Arone, ya neng a hlokomela bohle ba neng ba hlokomela Sehalalelo. Ho Merari ho tswile lelapa la Mahadi, le lelapa la Mushi. Ana ke malapa a Merari. Palo ya bona, ho ya ka bohle ba batona ba badilweng, ho tloha ka ba nang le kgwedi ho ya hodimo, ya eba dikete tse tsheletseng le makgolo a mabedi. Kgosana ya ba ntlo ya Merari e ne e le Suriele, mora wa Abihaile; ba ne ba ye ba emise lehlakoreng la Tente ya Morena, ka leboya. Bara ba Merari bona ba ne ba hlokomela ditshiya tsa dithupa tse hlongwang tsa Tente ya Morena, le maballo a yona, le ditshiya tsa yona, le ditshehetso tsa tsona, le dijana tsohle, le ditshebeletso tsa yona; le ditshiya tsa seotlwana se potapotang, le ditshehetso tsa tsona; le dimapo tsa tsona, le dikgwele tsa tsona. Ba neng ba emisa ka botjhabela, kapele ho Tente ya Morena, e ne e le Moshe, le Arone, le bara ba Arone, ba neng ba sebeletsa ka Sehalalelong bakeng sa bana ba Iseraele. E mong osele ya ka atamelang o tla bolawa. Palo ya Balevi bohle ba badilweng, bao Moshe le Arone ba ileng ba ba bala, ho ya ka taelo ya Morena, ho tloha ka ba nang le kgwedi ho ya hodimo, ya eba dikete tse mashome a mabedi a metso e mmedi. Morena a re ho Moshe: “Bala matsibolo wohle a bana ba batona ba bana ba Iseraele, ho tloha ka ba nang le kgwedi ho ya hodimo; o ngole le palo ya mabitso a bona. Nna, ke leng Morena, o nkabele Balevi bohle, bakeng sa matsibolo wohle a bana ba Iseraele; le matsibolo wohle a diphoofolo tsa Balevi, bakeng sa matsibolo wohle a diphoofolo tsa bana ba Iseraele.” Yaba Moshe o bala matsibolo wohle a bana ba Iseraele, jwalokaha Morena a ne a mo laetse. Matsibolo wohle a ba batona, ho ya ka palo ya matsibolo a bona, ho tloha ka ba nang le kgwedi ho ya hodimo, ya eba dikete tse mashome a mabedi le metso e mmedi le makgolo a mabedi le mashome a supileng le metso e meraro. Morena a bua ho Moshe, a re: “Nkabele Balevi, bakeng sa matsibolo wohle a bana ba Iseraele, le diphoofolo tsohle tsa Balevi bakeng sa matsibolo a bana ba Iseraele, mme Balevi e tla ba ba ka. Ke nna Morena. Bakeng sa topollo ya bana ba Iseraele ba makgolo a mabedi le mashome a supileng a metso e meraro, e leng palo eo ba fetang Balevi ka yona, o tla nka silefera e etsang boima ba dikeramo tse mashome a mahlano tse lekantsweng ka tekanyo e sebediswang ka Sehalalelong, o e nke bakeng sa e mong le e mong wa bona. Digera tse mashome a mabedi ke dikeramo tse leshome le motso o le mong. Tjhelete eo o e nee Arone le bara ba hae, e le topollo ya palo ya bao le fetang Balevi ka yona.” Yaba Moshe o nka tjhelete eo ya topollo ho bao, bao palo ya bona e fetang ya ba lopolotsweng ka Balevi. Ho matsibolo a bana ba Iseraele, Moshe a bokella silefera e etsang boima ba dikilo tse leshome le metso e mehlano le halofo tse lekantsweng ka tekanyo e sebediswang ka Sehalalelong. Yaba Moshe o nea Arone le bara ba hae tjhelete ena ya topollo, ho ya ka taelo ya Morena, jwalokaha a ne a laetse Moshe. Morena a bua ho Moshe le ho Arone, a re: “Hara Balevi, balang bara ba Kohate kaofela, ka malapa abo bona, le ka matlo a bo-ntata bona; ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mararo ho ya hodimo, ho ya fihla ho ba dilemo tse mashome a mahlano; bana bohle e be bona ba tla sebeletsa ka Tenteng ya Morena. “Ona ke mosebetsi wa bara ba Kohate, ka Tenteng ya Morena; tsohle tse halalelang ka ho fetisisa di tla hlokomelwa ke bona. Etlare ha ho tlohuwa mo ho neng ho hlomilwe teng, Arone le bara ba hae ba theole lesira la seotlwana, mme ka lona ba kwahele areka ya selekane. Ba e kwahele le ka letlalo la qibi, ba ale lesela le leputswa kahodimo, ebe ba e kgwesa mefenng ya yona. “Hodima tafole e beang bohobe bo halalelang, ba ale lesela le leputswa, mme hodima lona ba bee mafiso, le mafiswana le mepotjwana, le dinwelo tse sebediswang ha ho nyehelwa. Bohobe ba nyehelo bo be hodima tafole. Hodima tsona ba ale lesela le lefubedu, mme ba kwahele ka letlalo la qibi, ebe ba kgwesa tafole mefenng ya yona. “Ba nke lesela le leputswa, ba kwahele sedulwana sa lebone, le mabone a sona, le matlao a sona, le dithotobolo tsa sona, le dijana tsohle tse tshelang ole, tseo ba sebeletsang ka tsona. Ba se phuthele hammoho le dijana tsohle tsa sona ka letlalo la qibi, ba se bee hodima lempara la sona. “Hodima aletare ya kgauta ba ale lesela le leputswa, mme ba e kwahele ka letlalo la qibi, ebe ba e kgwesa mefenng ya yona. “Hape ba nke dijana tsohle tsa ho sebeletsa, tse ka Sehalalelong, ba di phuthele ka lesela le leputswa, le ka letlalo la qibi, ebe ba di bea hodima lempara la yona. “Ha ba se ba fietse molora o hodima aletare, ba ale lesela le perese hodima yona. Ba bee dijana tsohle tsa aletare hodima yona, tseo ba sebeletsang ka tsona, e leng dithotobolo, le difereko, le dikgarashwana, le dikotlolo, le dijana tsohle tsa aletare, ebe ba di kwahela ka letlalo la qibi, ba nto e kgwesa mefenng ya yona. “Ha Arone le bara ba hae ba qetile ho kwahela Sehalalelo, le dijana tsohle tsa sona, mme ho tlohuwa moo ho neng ho hlomilwe teng, bara ba Kohate ba tla tla, ba nke Sehalalelo, empa ba se ke ba ama dintho tse halalelang, esere ba eshwa. Ena ke mesebetsi ya bara ba Kohate ka Tenteng ya Morena. “Eleasare, mora wa moprista Arone, yena o tla hlokomela ole ya lebone, le mokubetso o monko o monate, le nyehelo ya dijo, le ole e tlotsang; a hlokomele le Tente ya Morena, le tsohle tse ka ho yona. Hape a hlokomele le Sehalalelo, le thepa ya sona.” Morena a bua ho Moshe le ho Arone, a re: “Le hlokomele hore ba leloko la Kohate ba se ke ba fela hara Balevi. Hore ba tle ba phele, ba se ke ba eshwa, ere ha ba atamela dintho tse halalelang ka ho fetisisa le ba etse tjena: Arone le bara ba hae ba kene ka Sehalalelong, ba abele e mong le e mong wa bona mosebetsi wa hae, le seo a tla se jara, empa ba se ke ba kena ho sheba dintho tse halalelang leha e le ka motsotswana feela, esere ba eshwa.” Morena a bua ho Moshe, a re: “Bala le bara ba Gereshone ho ya ka matlo a bo-ntata bona, le ka malapa abo bona; ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mararo, ho ya fihla ho ba dilemo tse mashome a bahlano; bana bohle e be bona ba tla sebeletsa ka Tenteng ya Morena. “Ona ke mosebetsi wa malapa a Gereshone: ho sebeletsa le ho jara. Ba tla jara masira a Tente ya Morena, le Tente ka boyona, le masela a e kwahetseng; hammoho le letlalo la qibi le e kwahetseng kahodimo; le lesira la monyako wa seotlwana sa Tente ya Morena; le masira a seotlwana, le lesira la monyako wa seotlwana se potapotileng Tente ya Morena, le aletare, le dikgwele tsa masira ao, le dijana tsohle tse sebeletsang. Tsohle tse lokelang ho etswa ka tsona ba tla di etsa. Tshebeletso ya bara ba Gereshone e tla ba tlasa taolo ya Arone le bara ba hae, e leng tsohle tseo ba tla di jara, le tsohle tseo ba tla di sebetsa. O tla abela e mong le e mong mosebetsi wa ho jara oo a tla o etsa. Ona he, ke mosebetsi wa malapa a bara ba Gereshone ka Tenteng ya Morena, mme ba tla ba tlasa taolo ya Itamare, mora wa moprista Arone. “O tla bala bara ba Merari, ho ya ka malapa abo bona, le ho ya ka matlo a bo-ntata bona; ho tloha ka ba nang le dilemo tse mashome a mararo, ho ya fihla ho ba dilemo tse mashome a mahlano; bana bohle e be bona ba tla sebeletsa ka Tenteng ya Morena. Tsena ke tseo ba tla di jara, ha ba sebeletsa ka Tenteng ya Morena: ditshiya tsa dithupa tse hlongwang tsa Tente ya Morena, le maballo a yona, le mefeng ya yona, le ditshiya tsa yona, le ditshehetso tsa tsona, le ditshiya tsa seotlwana tse se potapotileng, le ditshehetso tsa tsona, le dimapo tsa tsona, le dikgwele tsa tsona, le dijana tsohle tsa tsona. O tla abela e mong le e mong dintho tsohle tseo a tla sebetsa ka tsona, mme a di jare. Ona he, ke mosebetsi wohle wa malapa a bara ba Merari, ka Tenteng ya Morena, mme ba tla ba tlasa taolo ya Itamare, mora wa moprista Arone.” Yaba bo-Moshe le Arone, le mahosana a setjhaba, ba bala bara ba Kohate, ho ya ka malapa abo bona, le ho ya ka matlo a bo-ntata bona; ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mararo ho ya hodimo, ho ya fihla ho ba dilemo tse mashome a mahlano; ba bala e mong le e mong ya ka sebeletsang ka Tenteng ya Morena. Ba badilweng ho ya ka malapa abo bona ya eba dikete tse pedi le makgolo a supileng le mashome a mahlano. Bana ke ba badilweng ba malapa a bara ba Kohate, e leng bohle ba neng ba sebeletsa ka Tenteng ya Morena, ba badilweng ke bo-Moshe le Arone, ho ya ka taelo eo Morena a e neileng Moshe. Jwale ha balwa bara ba Gereshone, ho ya ka malapa abo bona, le ho ya ka matlo a bo-ntata bona; ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mararo ho ya hodimo, ho ya fihla ho ba dilemo tse mashome a mahlano, e leng bohle ba neng ba ka sebeletsa ka Tenteng ya Morena. Ba badilweng ho ya ka malapa abo bona, le ho ya ka matlo a bo-ntata bona, ya eba dikete tse pedi le makgolo a tsheletseng le mashome a mararo. Bana ke ba badilweng ba malapa a bara ba Gereshone, e leng bohle ba neng ba sebeletsa ka Tenteng ya Morena, ba badilweng ke bo-Moshe le Arone, ho ya ka taelo ya Morena. Yaba ho balwa ba malapa a bara ba Merari ho ya ka malapa abo bona, le ho ya ka matlo a bo-ntata bona; ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mararo ho ya hodimo, ho ya fihla ho ba dilemo tse mashome a mahlano, e leng bohle ba neng ba ka sebeletsa ka Tenteng ya Morena. Ba badilweng ho ya ka malapa abo bona ya eba dikete tse tharo le makgolo a mabedi. Bana ke ba badilweng ba malapa a bara ba Merari, ba badilweng ke bo-Moshe, le Arone, ho ya ka taelo eo Morena a e neileng Moshe. Balevi bohle ba balwa ke bo-Moshe, le Arone, le mahosana a Baiseraele le a Balevi; ba ba bala ho ya ka malapa abo bona, le ho ya ka matlo a bo-ntata bona; ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mararo ho ya hodimo, ho ya fihla ho ba dilemo tse mashome a mahlano, e leng bohle ba neng ba etsa mosebetsi, ba jara dintho tse ka Tenteng ya Morena. Ba badilweng ya eba dikete tse robedi le makgolo a mahlano le mashome a robedi. Moshe a abela e mong le e mong mosebetsi wa hae, le seo a tla se jara, ho ya ka taelo ya Morena, mme ba balwa jwalokaha Morena a ne a laetse Moshe. Morena a bua ho Moshe, a re: “Laela bana ba Iseraele hore ba leleke balepera bohle kahara diahelo, le bohle ba nang le seso se qhitsang lero, le bohle ba silafaditsweng ke ho ama setopo. O leleke banna le basadi; o ba lelekele kathoko ho diahelo, ba tle ba se ke ba silafatsa diahelo tsa bona, tseo ke phelang hara tsona.” Bana ba Iseraele ba etsa jwalo, ba ba lelekela kathoko ho diahelo jwalokaha Morena a ne a buile ho Moshe. Morena a bua ho Moshe, a re: “Bolella bana ba Iseraele, o re: Ha monna kapa mosadi a ka etsa sebe sefe kapa sefe se yeng se etswe ke batho, mme kahoo a sitelwa Morena ka ho se tshepahale, motho eo o tla ba molato. O tla ipolela sebe seo a se entseng, a lefe molato wa hae ka ho tlala, mme a be a eketse tefo eo ka karolo ya yona ya bohlano, a e nee eo a mo sitetsweng. Empa haeba motho ya sitetsweng a se na moneketsela oo tefo ya molato e ka iswang ho wona, tefo eo ya molato e tla lefelwa Morena, mme e tla ba ya moprista. Tefo ena ke e kathoko ho pheleu ya tefelo ya sebe, eo moprista a tla mo etsetsa tefelo ya sebe ka yona. Nyehelo e nngwe le e nngwe e phahamisetswang hodimo, ya dintho tsohle tse halalelang tsa bana ba Iseraele, eo ba e tlisetsang moprista eo, e tla ba ya moprista. Dintho tse halalelang tsa motho e mong le e mong e tla ba tsa moprista; seo motho ofe kapa ofe a se neang moprista, e tla ba sa moprista. ” Morena a bua ho Moshe, a re: “Bua le bana ba Iseraele, o re ho bona: Ha mosadi wa monna e mong a etsa phoso, mme a sa tshepahale ho monna wa hae, ka ho feba le monna e mong; leha eba monna eo wa hae a se na bopaki bo lekaneng ba taba eo, hoo ho silafala ha mosadi ho salang ho sa pakahala ka baka la ho hloka paki e mo tshwereng a ntse a feba; kapa haeba motho a hlolwa ke lefufa le etsang hore a belaelle mosadi wa hae, ebang o itshilafaditse kapa tjhe; monna eo a tlise mosadi wa hae ho moprista, mme a tle a nkile nyehelo ya mosadi eo, ya phofo ya harese e boima ba dikilo tse pedi. Empa a se ke a tshela ole, kapa mokubetso hodima yona, hobane ke nyehelo ya phofo, ya lefufa; ke nyehelo ya phofo e etsetswang hore ho nne ho hopolwe molato oo. “ Moprista o tla fetisetsa mosadi eo kapele, a mo emise kapele ho Morena. O tla tshela metsi a halalelang ka sejaneng sa letsopa, a tshele le lerole leo a le nkileng fatshe, ka Tenteng ya Morena. Moprista o tla emisa mosadi eo kapele ho Morena, a hlantholle moriri wa mosadi eo, a mo nkise nyehelo ya phofo ya kgopotso, ya lefufa, moprista yena a ntse a nkile metsi a letswai, a tlisang thohako. Jwale moprista o tla hlapantsha mosadi eo, a re ho yena: Haeba ha ho monna eo o ileng wa feba le yena, mme eba ha o eso etse phoso ka ho itshilafatsa le monna e mong, ha o ntse o le taolong ya monna wa hao, metsi ana a letswai a se ke a o tlisetsa thohako. Empa haeba o ile wa etsa phoso ha o ntse o le taolong ya monna wa hao, eba o silafatse, mme o ile wa feba le monna e mong eo e seng monna wa hao, moprista o tla hlapantsha mosadi eo ka kano ya thohako, mme a re ho mosadi eo: “Morena a ke a o etse mohlala wa thohako hara setjhaba sa heno, ka hore mpa ya hao e hohomohe, o senyehelwe. Metsi ana a tlisang thohako a ke a kene ka maleng a hao, a hohomose mpa ya hao, o fetohe nyopa.” “ Mosadi o tla re: “A ho be jwalo! A ho be jwalo!” “ Moprista o tla ngola dithohako tsena pampiring, ebe o di hlatswetsa ka metsing a letswai. Jwale moprista a nwese mosadi eo metsi ao a letswai, a tlisang thohako, hore a kene ka maleng a hae, a mo lomise mala. Ebe moprista o nka nyehelo ya phofo, ya lefufa, e matsohong a mosadi, o e akgotsa kapele ho Morena, ebe o e isa aletareng. A ngwathe phofo eo ya nyehelo ka seatla, e le kgopotso, a e tjhesetse hodima aletare, a nto nwesa mosadi eo metsi ao. Ha a se a mo nwesitse metsi ao, mme eba o silafetse, o sitetswe monna wa hae, metsi ao a tlisang thohako a tla kena ka maleng a hae, a mo lomise mala, ebe mpa ya hae e a hohomoha, o fetoha nyopa. Mosadi eo e tla ba mohlala wa motho ya rohakilweng hara setjhaba sa habo. Empa haeba mosadi eo a sa silafala, eba o ntse a hlwekile, ha a na ho hlahelwa ke letho, mme o tla nne a belehe. “ Ona ke molao wa lefufa. Ha mosadi a etsa phoso, empa a ntse a le tlasa taolo ya monna wa hae, mme a itshilafatsa; kapa ha moya wa lefufa o kenela monna, hoo a belaellang mosadi wa hae, o tla isa mosadi eo kapele ho Morena, mme moprista o tla phethahatsa molao ona wohle hodima hae. Monna o tla hloka molato, empa mosadi yena o tla jara molato wa hae. ” Morena a bua ho Moshe, a re: “Bua le bana ba Iseraele, o re ho bona: Ha monna kapa mosadi a etsa kano e kgethehileng, e leng kano ya mokgethwa, ya ho ikabela Morena, o tla ila veine le jwala. A se ke a nwa asene e entsweng ka veine, kapa a nwa asene e tahang. A se ke a nwa lero la morara. A se ke a ja morara o motjha kapa wa mangangajane. Ka matsatsi wohle a bokgethwa ba hae, a se ke a ja letho le entsweng ka morara, e ka ba ditholwana tsa wona kapa makgapetla a wona. “ Ka matsatsi wohle a ho ikanela bokgethwa, a se ke a beola moriri wa hae. Ho fihlela matsatsi a hae a ho ikabela Morena a fela, o tla halalela. O tla tlohela moriri wa hae o hole, o be sehlotho. Ka matsatsi wohle a hae a ho ikabela Morena, a se ke a atamela pela setopo. E ka ba sa ntatae, kapa sa mmae, kapa sa ngwanabo, kapa sa kgaitsedi ya hae, a se ke a itshilafatsa ka tsona, hobane kgalaletso ya Modimo wa hae e hodima hlooho ya hae. Ka matsatsi wohle a bokgethwa ba hae, o a halalela ho Morena. “ Haeba motho a eshwa hanghang pela moo mokgethwa a leng teng, mme a silafatsa hlooho ya hae e halaleditsweng, o tla beola hlooho ya hae mohla letsatsi la tlhwekiso ya hae; o tla beola ka letsatsi la bosupa. Ka letsatsi la borobedi o tla tlisa maebanakgorwana a mabedi, kapa madinyane a mabedi a maeba, ho moprista, monyakong wa Tente ya Morena. Moprista o tla nyehela ka le leng e le nyehelo e tlosang sebe, mme le leng e be la nyehelo ya setjheso. O tla mo etsetsa tefelo ya sebe, hobane a entse sebe ka baka la motho eo ya shweleng, mme ka lona letsatsi leo a be a halaletse hlooho ya hae. O tla ikabela Morena botjha, matsatsing ao a bokgethwa ba hae, a be a tlise nku e tona e nang le selemo, e le nyehelo e tlosang molato. Empa matsatsi a pele ha a na ho ba le thuso, hobane bokgethwa ba hae bo ile ba silafatswa. “ Ona ke molao wa mokgethwa wa Modimo. Ha matsatsi a kgalaletso ya hae a fetile, o tla tliswa monyakong wa Tente ya Morena. O tla tlisetsa Morena nyehelo ya hae, e leng nku e tona e nang le selemo, e se nang sepha, e le ya nyehelo ya setjheso; le nku e tshehadi e nang le selemo, e se nang sepha, e le ya nyehelo e tlosang sebe; le pheleu e le nngwe, e se nang sepha, e le ya nyehelo ya teboho. A tlise le seroto se nang le bohobe bo sa lomoswang, ba phofo e thumisehileng, le maqebekwane a dubilweng ka ole, le moqathane o sa lomoswang, o tlotsitsweng ka ole; le nyehelo ya bona ya dijo, le dinyehelo tsa bona tsa dino. “ Moprista o tla di tlisa kapele ho Morena, a be a mo etsetse nyehelo e tlosang sebe, a mo etsetse le nyehelo ya setjheso. Ka pheleu le ka seroto se nang le bohobe bo sa lomoswang, moprista o tla etsetsa Morena sehlabelo sa nyehelo ya teboho, mme moprista a be a mo etsetse le nyehelo ya dijo, le nyehelo ya dino. “ Mokgethwa o tla beola hlooho ya hae e halalelang, a le monyakong wa Tente ya Morena, mme a nke moriri wa hlooho eo e halalelang, a o akgele mollong o besitsweng katlasa sehlabelo sa nyehelo ya teboho. “ Moprista o tla nka sephaka sa pheleu, se phehilweng; le leqebekwane le le leng le sa lomoswang, le ka serotong; le moqathane o le mong o sa lomoswang, mme tsena a di bee matsohong a mokgethwa, ha a qetile ho beola hlooho ya hae e halaleditsweng. Moprista o tla di akgotsa, e le nyehelo e akgotswang kapele ho Morena. Di a halalela, mme ke tsa moprista, hammoho le sefuba sa nyehelo e akgotswang, le sephaka sa nyehelo e phahamiswang. Kamora moo mokgethwa o tla nwa veine. “ Ona ke molao wa mokgethwa wa Modimo, ya ikanneng. Ena ke nyehelo ya hae ho Morena, ka baka la kgalaletso ya hae, feela ho sa balwe tse ding, tseo a ka tsebang ho di tlisa. Kathoko ho tsena tse hlokwang ke molao wa kgalaletso, mokgethwa wa Modimo o tla phetha tsohle ho ya ka kano eo a ikanneng ka yona. ” Morena a bua ho Moshe, a re: “Bua le Arone le bara ba hae, o re: Ha le hlohonolofatsa bana ba Iseraele, le re ho bona: “ Morena a le hlohonolofatse, a le baballe. Morena a le bontshe sefahleho sa hae se kganyang kgotso, a le hauhele. Morena a le tadime ka lerato, a le nee kgotso. “Ba tla rapella bana ba Iseraele ka lebitso la ka, mme nna ke tla ba hlohonolofatsa.” Ka letsatsi leo Moshe a qetileng ho hloma Tente ya Morena ka lona, a e tlotsa, a e halaletsa hammoho le dijana tsohle tsa yona; le aletare, le dijana tsohle tsa yona, le tsona a di tlotsa, a di halaletsa. Ha etswa nyehelo ke mahosana a Iseraele, ao e neng e le dihlooho tsa matlo a bo-ntata wona; ke wona mahosana a merabe, a neng a hlokometse ho balwa ha setjhaba. Mahosana a tlisa nyehelo kapele ho Morena, e le makoloi a tsheletseng a nang le ditente, le dipholo tse leshome le metso e mmedi; koloi kanngwe e le ya mahosana a mabedi, pholo e le nngwe e le ya kgosana e le nngwe. A di tlisa kapele ho Tente ya Morena. Morena a bua ho Moshe, a re: “Amohela dinyehelo tsa mahosana ana, e le hore dintho tsena di tle di sebediswe ha ho sebeletswa ka Tenteng ya Morena. O di abele Balevi, monna ka mong o mo abele ho ya ka mosebetsi wa hae.” Moshe a amohela makoloi le dipholo, a di abela Balevi. Makoloi a mabedi le dipholo tse nne a di abela bara ba Gereshone, ho ya ka mosebetsi wa bona. Makoloi a mane le dipholo tse robedi a di abela bara ba Merari, ho ya ka mosebetsi wa bona. Ba ne ba laolwa ke Itamare, mora wa moprista Arone. Empa bara ba Kohate ha a a ka a ba nea letho, hobane mosebetsi wa bona e ne e le wa ho jara dintho tse halalelang tsa Sehalalelo. Mahosana a tlisa nyehelo ya kgalaletso ya aletare, mohla e tlotswang, mme mahosana ao a etsa nyehelo ya wona kapele ho aletare. Morena a re ho Moshe: “Kgosana e nngwe le e nngwe, e le inotshi, e etse nyehelo ya yona ya kgalaletso ya aletare ka letsatsi la yona.” Kgosana e ileng ya etsa nyehelo ya yona ka letsatsi la pele ya eba Naheshone, mora wa Aminadabe, wa morabe wa Juda. Nyehelo ya hae ya eba mokeke o le mong wa silefera, oo boima ba wona e neng e le kilo e le nngwe le halofo; le sekotlolo se le seng sa silefera, seo boima ba sona e neng e le dikeramo tse makgolo a robedi, tse lekantsweng ka tekanyo e sebediswang ka Sehalalelong. Bobedi ba tsona di ne di tletse phofo e thumisehileng, e dubilweng ka ole, e le nyehelo ya dijo. Le lefiswana le le leng la kgauta, leo boima ba lona e neng e le dikeramo tse lekgolo le leshome, le tletseng mokubetso. Le pohwana e le nngwe, le pheleu e le nngwe, le nku e le nngwe e tona e nang le selemo, e le tsa nyehelo ya setjheso; le phooko e le nngwe ya nyehelo e tlosang sebe. Bakeng sa sehlabelo sa nyehelo ya teboho ya eba dipholo tse pedi, le dipheleu tse hlano, le diphooko tse hlano, le dinku tse hlano tse tona, tse nang le selemo. Ena ya eba nyehelo ya Naheshone, mora wa Aminadabe. Ka letsatsi la bobedi ha nyehela Netanele, mora wa Suare, kgosana ya Isakare. A etsa nyehelo ya mokeke o le mong wa silefera, oo boima ba wona e neng e le kilo e le nngwe le halofo; le sekotlolo se le seng sa silefera, seo boima ba sona e neng e le dikeramo tse makgolo a robedi, tse lekantsweng ka tekanyo e sebediswang ka Sehalalelong. Bobedi ba tsona di ne di tletse phofo e thumisehileng, e dubilweng ka ole, e le nyehelo ya dijo. Le lefiswana le le leng la kgauta, leo boima ba lona e neng e le dikeramo tse lekgolo le leshome, le tletseng mokubetso. Le pohwana e le nngwe, le pheleu e le nngwe, le nku e le nngwe e tona e nang le selemo, e le tsa nyehelo ya setjheso. Le phooko e le nngwe ya nyehelo e tlosang sebe. Bakeng sa sehlabelo sa nyehelo ya teboho ya eba dipholo tse pedi, le dipheleu tse hlano, le diphooko tse hlano, le dinku tse hlano tse tona, tse nang le selemo. Ena ya eba nyehelo ya Netanele, mora wa Suare. Ka letsatsi la boraro ha nyehela kgosana ya bana ba Sebulone, e leng Eliabe, mora wa Helone. Nyehelo ya hae ya eba mokeke o le mong wa silefera, oo boima ba wona e neng e le kilo e le nngwe le halofo; le sekotlolo se le seng sa silefera, seo boima ba sona e neng e le dikeramo tse makgolo a robedi, tse lekantsweng ka tekanyo e sebediswang ka Sehalalelong. Bobedi ba tsona di ne di tletse phofo e thumisehileng, e dubilweng ka ole, e le nyehelo ya dijo. Le lefiswana le le leng la kgauta, leo boima ba lona e neng e le dikeramo tse lekgolo le leshome, le tletseng mokubetso. Le pohwana e le nngwe, le pheleu e le nngwe, le nku e le nngwe e tona e nang le selemo, e le tsa nyehelo ya setjheso. Le phooko e le nngwe ya nyehelo e tlosang sebe. Bakeng sa sehlabelo sa nyehelo ya teboho ya eba dipholo tse pedi, le dipheleu tse hlano, le diphooko tse hlano, le dinku tse hlano tse tona, tse nang le selemo. Ena ya eba nyehelo ya Eliabe, mora wa Helone. Ka letsatsi la bone ha nyehela kgosana ya bana ba Rubene, e leng Elesure, mora wa Shedeure. Nyehelo ya hae ya eba mokeke o le mong wa silefera, oo boima ba wona e neng e le kilo e le nngwe le halofo; le sekotlolo se le seng sa silefera, seo boima ba sona e neng e le dikeramo tse makgolo a robedi, tse lekantsweng ka tekanyo e sebediswang ka Sehalalelong. Bobedi ba tsona di ne di tletse phofo e thumisehileng, e dubilweng ka ole, e le nyehelo ya dijo. Le lefiswana le le leng la kgauta, leo boima ba lona e neng e le dikeramo tse lekgolo le leshome, le tletseng mokubetso. Le pohwana e le nngwe, le pheleu e le nngwe, le nku e le nngwe e tona e nang le selemo, e le tsa nyehelo ya setjheso. Le phoofolo e le nngwe ya nyehelo e tlosang sebe. Bakeng sa sehlabelo sa nyehelo ya teboho ya eba dipholo tse pedi, le dipheleu tse hlano, le diphooko tse hlano, le dinku tse hlano tse tona, tse nang le selemo. Ena ya eba nyehelo ya Elesure, mora wa Shedeure. Ka letsatsi la bohlano ha nyehela kgosana ya bana ba Simeone, e leng Shelomiele, mora wa Surishadai. Nyehelo ya hae ya eba mokeke o le mong wa silefera, oo boima ba wona e neng e le kilo e le nngwe le halofo; le sekotlolo se le seng sa silefera, seo boima ba sona e neng e le dikeramo tse makgolo a robedi, tse lekantsweng ka tekanyo e sebediswang ka Sehalalelong. Bobedi ba tsona di ne di tletse phofo e thumisehileng, e dubilweng ka ole, e le nyehelo ya dijo. Le lefiswana le le leng la kgauta, leo boima ba lona e neng e le dikeramo tse lekgolo le leshome, le tletseng mokubetso. Le pohwana e le nngwe, le pheleu e le nngwe, le nku e le nngwe e tona e nang le selemo, e le tsa nyehelo ya setjheso. Le phooko e le nngwe ya nyehelo e tlosang sebe. Bakeng sa sehlabelo sa nyehelo ya teboho ya eba dipholo tse pedi, le dipheleu tse hlano, le diphooko tse hlano, le dinku tse hlano tse tona, tse nang le selemo. Ena ya eba nyehelo ya Shelomiele, mora wa Surishadai. Ka letsatsi la botshelela ha nyehela kgosana ya bana ba Gade, e leng Eleasafo, mora wa Deuele. Nyehelo ya hae ya eba mokeke o le mong wa silefera, oo boima ba wona e neng e le kilo e le nngwe le halofo; le sekotlolo se le seng sa silefera, seo boima ba sona e neng e le dikeramo tse makgolo a robedi, tse lekantsweng ka tekanyo e sebediswang ka Sehalalelong. Bobedi ba tsona di ne di tletse phofo e thumisehileng, e dubilweng ka ole, e le nyehelo ya dijo. Le lefiswana le le leng la kgauta, leo boima ba lona e neng e le dikeramo tse lekgolo le leshome, le tletseng mokubetso. Le pohwana e le nngwe, le pheleu e le nngwe, le nku e le nngwe e tona e nang le selemo, e le tsa nyehelo ya setjheso. Le phooko e le nngwe ya nyehelo e tlosang sebe. Bakeng sa sehlabelo sa nyehelo ya teboho ya eba dipholo tse pedi, le dipheleu tse hlano, le diphooko tse hlano, le dinku tse hlano tse tona, tse nang le selemo. Ena ya eba nyehelo ya Eleasafo, mora wa Deuele. Ka letsatsi la bosupa ha nyehela kgosana ya bana ba Efraime, e leng Eleshama, mora wa Amihude. Nyehelo ya hae ya eba mokeke o le mong wa silefera, oo boima ba wona e neng e le kilo e le nngwe le halofo; le sekotlolo se le seng sa silefera, seo boima ba sona e neng e le dikeramo tse makgolo a robedi, tse lekantsweng ka tekanyo e sebediswang ka Sehalalelong. Bobedi ba tsona di ne di tletse phofo e thumisehileng, e dubilweng ka ole, e le nyehelo ya dijo. Le lefiswana le le leng la kgauta, leo boima ba lona e neng e le dikeramo tse lekgolo le leshome, le tletseng mokubetso. Le pohwana e le nngwe, le pheleu e le nngwe, le nku e le nngwe e tona e nang le selemo, e le tsa nyehelo ya setjheso. Le phooko e le nngwe ya nyehelo e tlosang sebe. Bakeng sa sehlabelo sa nyehelo ya teboho ya eba dipholo tse pedi, le dipheleu tse hlano, le diphooko tse hlano, le dinku tse hlano tse tona, tse nang le selemo. Ena ya eba nyehelo ya Eleshama, mora wa Amihude. Ka letsatsi la borobedi ha nyehela kgosana ya bana ba Manase, e leng Gamaleele, mora wa Pedasure. Nyehelo ya hae ya eba mokeke o le mong wa silefera, oo boima ba wona e neng e le kilo e le nngwe le halofo; le sekotlolo se le seng sa silefera, seo boima ba sona e neng e le dikeramo tse makgolo a robedi, tse lekantsweng ka tekanyo e sebediswang ka Sehalalelong. Bobedi ba tsona di ne di tletse phofo e thumisehileng, e dubilweng ka ole, e le nyehelo ya dijo. Le lefiswana le le leng la kgauta, leo boima ba lona e neng e le dikeramo tse lekgolo le leshome, le tletseng mokubetso. Le pohwana e le nngwe, le pheleu e le nngwe, le nku e le nngwe e tona e nang le selemo, e le tsa nyehelo ya setjheso. Le phooko e le nngwe ya nyehelo e tlosang sebe. Bakeng sa sehlabelo sa nyehelo ya teboho ya eba dipholo tse pedi, le dipheleu tse hlano, le diphooko tse hlano, le dinku tse hlano tse tona, tse nang le selemo. Ena ya eba nyehelo ya Gamaleele, mora wa Pedasure. Ka letsatsi la borobong ha nyehela kgosana ya bana ba Benjamine, e leng Abidane, mora wa Gidoni. Nyehelo ya hae ya eba mokeke o le mong wa silefera, oo boima ba wona e neng e le kilo e le nngwe le halofo; le sekotlolo se le seng sa silefera, seo boima ba sona e neng e le dikeramo tse makgolo a robedi, tse lekantsweng ka tekanyo e sebediswang ka Sehalalelong. Bobedi ba tsona di ne di tletse phofo e thumisehileng, e dubilweng ka ole, e le nyehelo ya dijo. Le lefiswana le le leng la kgauta, leo boima ba lona e neng e le dikeramo tse lekgolo le leshome, le tletseng mokubetso. Le pohwana e le nngwe, le pheleu e le nngwe, le nku e le nngwe e tona e nang le selemo, e le tsa nyehelo ya setjheso. Le phooko e le nngwe ya nyehelo e tlosang sebe. Bakeng sa sehlabelo sa nyehelo ya teboho ya eba dipholo tse pedi, le dipheleu tse hlano, le diphooko tse hlano, le dinku tse hlano tse tona, tse nang le selemo. Ena ya eba nyehelo ya Abidane, mora wa Gidoni. Ka letsatsi la leshome ha nyehela kgosana ya bana ba Dane, e leng Ahiesere, mora wa Amishadai. Nyehelo ya hae ya eba mokeke o le mong wa silefera, oo boima ba wona e neng e le kilo e le nngwe le halofo; le sekotlolo se le seng sa silefera, seo boima ba sona e neng e le dikeramo tse makgolo a robedi, tse lekantsweng ka tekanyo e sebediswang ka Sehalalelong. Bobedi ba tsona di ne di tletse phofo e thumisehileng, e dubilweng ka ole, e le nyehelo ya dijo. Le lefiswana le le leng la kgauta, leo boima ba lona e neng e le dikeramo tse lekgolo le leshome, le tletseng mokubetso. Le pohwana e le nngwe, le pheleu e le nngwe, le nku e le nngwe e tona e nang le selemo, e le tsa nyehelo ya setjheso. Le phooko e le nngwe ya nyehelo e tlosang sebe. Bakeng sa sehlabelo sa nyehelo ya teboho ya eba dipholo tse pedi, le dipheleu tse hlano, le diphooko tse hlano, le dinku tse hlano tse tona, tse nang le selemo. Ena ya eba nyehelo ya Ahiesere, mora wa Amishadai. Ka letsatsi la leshome le motso o mong ha nyehela kgosana ya bana ba Ashere, e leng Pagiele, mora wa Okerane. Nyehelo ya hae ya eba mokeke o le mong wa silefera, oo boima ba wona e neng e le kilo e le nngwe le halofo, le sekotlolo se le seng sa silefera, seo boima ba sona e neng e le dikeramo tse makgolo a robedi, tse lekantsweng ka tekanyo e sebediswang ka Sehalalelong. Bobedi ba tsona di ne di tletse phofo e thumisehileng, e dubilweng ka ole, e le nyehelo ya dijo. Le lefiswana le le leng la kgauta, leo boima ba lona e neng e le dikeramo tse lekgolo le leshome, le tletseng mokubetso. Le pohwana e le nngwe, le pheleu e le nngwe, le nku e le nngwe e tona e nang le selemo, e le tsa nyehelo ya setjheso, le phooko e le nngwe e tlosang sebe. Bakeng sa sehlabelo sa nyehelo ya teboho ya eba dipholo tse pedi, le dipheleu tse hlano, le diphooko tse hlano, le dinku tse hlano tse tona tse nang le selemo. Ena ya eba nyehelo ya Pagiele, mora wa Okerane. Ka letsatsi la leshome le metso e mmedi ha nyehela kgosana ya bana ba Nafthali, e leng Ahira, mora wa Enane. Nyehelo ya hae ya eba mokeke o le mong wa silefera, oo boima ba wona e neng e le kilo e le nngwe le halofo, le sekotlolo se le seng sa silefera, seo boima ba sona e neng e le dikeramo tse makgolo a robedi, tse lekantsweng ka tekanyo e sebediswang ka Sehalalelong. Bobedi ba tsona di ne di tletse phofo e thumisehileng, e dubilweng ka ole, e le nyehelo ya dijo. Le lefiswana le le leng la kgauta, leo boima ba lona e neng e le dikeramo tse lekgolo le leshome, le tletseng mokubetso. Le pohwana e le nngwe, le pheleu e le nngwe, le nku e le nngwe e tona e nang le selemo, e le tsa nyehelo ya setjheso, le phooko e le nngwe ya nyehelo e tlosang sebe. Bakeng sa sehlabelo sa nyehelo ya teboho ya eba dipholo tse pedi, le dipheleu tse hlano, le diphooko tse hlano, le dinku tse hlano tse tona, tse nang le selemo. Ena ya eba nyehelo ya Ahira, mora wa Enane. Tsena e bile tsona dinyehelo tsa kgalaletso ya aletare, mohla e neng e tlotswa ke mahosana a Iseraele: mekeke ya silefera e leshome le metso e mmedi, dikotlolo tsa silefera tse leshome le metso e mmedi, mafiswana a kgauta a leshome le metso e mmedi. Boima ba mokeke o mong le o mong e ne e le kilo e le nngwe le halofo; ba sekotlolo se seng le se seng e le dikeramo tse makgolo a robedi. Boima ba silefera ya dijana kaofela e ne e le kilo tse mashome a mabedi a metso e supileng le dikeramo tse mashome a tsheletseng, tse lekantsweng ka tekanyo e sebediswang ka Sehalalelong. Le mafiswana a kgauta a leshome le metso e mmedi a tletseng mokubetso. Boima ba lefiswana le leng le le leng e ne e le dikeramo tse lekgolo le nang le leshome. Boima ba kgauta ya mafiswana kaofela e ne e le kilo e le nngwe le dikeramo tse mashome a mararo le metso e mmedi, tse lekantsweng ka tekanyo e sebediswang ka Sehalalelong. Diphoofolo tsohle tsa nyehelo ya setjheso e ne e le diphowana tse leshome le metso e mmedi; dipheleu tse leshome le metso e mmedi; dinku tse tona tse nang le selemo, tse leshome le metso e mmedi, le nyehelo ya dijo e tsamayang le tsona; le diphooko tse leshome le metso e mmedi tsa nyehelo e tlosang sebe. Diphoofolo tsohle tsa sehlabelo sa nyehelo ya teboho e ne e le diphowana tse mashome a mabedi a metso e mene, le dipheleu tse mashome a tsheletseng, le diphooko tse mashome a tsheletseng, le dinku tse tona tse nang le selemo, tse mashome a tsheletseng. Tsena ya eba tsona dinyehelo tsa kgalaletso ya aletare, ha e se e tlotsitswe. Ha Moshe a kena ka Tenteng ya Morena ho ya bua le Modimo, a utlwa lentswe le buang ho yena, le etswa kahodima sekwahelo se hodima areka ya selekane, pakeng tsa dikerubime tse pedi, mme yaba le bua le yena. Morena a bua ho Moshe, a re: “Bua le Arone, o re ho yena: Ha o hotetsa mabone, mabone ao a supileng a tla bonesa kapele ho sedulwana. ” Arone a etsa jwalo, a hotetsa mabone hore a bonese kapele ho sedulwana, jwalokaha Morena a ne a laetse Moshe. Sedulwana se ne se entswe ka kgauta e thutsweng; ho tloha lenonong la sona ho isa dipaleseng tsa sona, e ne e le ntho e le nngwe, e le mosebetsi o thutsweng, ho ya ka setshwantsho seo Morena a neng a se bontshitse Moshe. Morena a bua ho Moshe, a re: “Ntsha Balevi kahara bana ba Iseraele, o ba hlwekise. Ha o ba hlwekisa, o ba etse tjena: O ba foke ka metsi a tlhwekiso, ba ipeole mmele wohle ka lehare, ba hlatswe diaparo tsa bona, ba itlhwekise. Ba nke pohwana le nyehelo ya yona ya phofo e thumisehileng, e dubilweng ka ole; ebe le wena o nka pohwana e nngwe ya nyehelo e tlosang sebe. O tlise Balevi kapele ho Tente ya Morena, ebe o bokanya setjhaba sohle sa bana ba Iseraele. Jwale o tlise Balevi kapele ho Morena, mme bana ba Iseraele ba bee matsoho a bona hodima Balevi. Arone a nyehele ka Balevi kapele ho Morena, e le nyehelo e akgotswang, e tswang ho bana ba Iseraele, hore Balevi ba tle ba sebeletse Morena. “Balevi ba bee matsoho a bona hodima dihlooho tsa dipohwana, ebe wena o nyehela ka pohwana e nngwe ho Morena e le nyehelo e tlosang sebe, mme e nngwe e le nyehelo ya setjheso ya ho etsetsa Balevi tefelo ya sebe. O emise Balevi kapele ho Arone le bara ba hae, o nyehele ka bona ho Morena, e le nyehelo e akgotswang. Ka mokgwa o jwalo o tla kgetha Balevi ho bana ba Iseraele, mme Balevi e tla ba ba ka. Kamora moo, Balevi, ba tla kena ka Tenteng ya Morena ho ya sebeletsa. O tla ba hlwekisa, ebe o nyehela ka bona, e le nyehelo e akgotswang. “Hara bana ba Iseraele, Balevi ke ba ka ka ho tlala. Ke inketse bona bakeng sa matsibolo wohle a bana ba Iseraele. Matsibolo wohle a bana ba Iseraele ke a ka, a batho le a diphoofolo. Ke ne ke ikgalalelletse wona ka letsatsi leo ka lona ke neng ke bolaye matsibolo wohle naheng ya Egepeta. Ke nkile Balevi bakeng sa matsibolo wohle hara bana ba Iseraele. Hara bana ba Iseraele, Balevi ke ba neile Arone le bara ba hae, hore Balevi ba tle ba sebeletse bana ba Iseraele ka Tenteng ya Morena, ba etsetse bana ba Iseraele tefelo ya sebe hore ho se tshohe ho eba le sewa hara bana ba Iseraele, ha ba atamela Sehalalelong.” Bo-Moshe, le Arone, le setjhaba sohle sa bana ba Iseraele, ba etsa jwalo ho Balevi. Ho ya ka tsohle tseo Morena a neng a di laetse Moshe, malebana le Balevi, bana ba Iseraele ba etsa Balevi jwalo. Balevi ba itlhwekisa, ba hlatswa diaparo tsa bona, mme Arone a nyehela ka bona kapele ho Morena, e le nyehelo e akgotswang, mme a ba etsetsa tefelo ya sebe ho ba hlwekisa. Kamora moo, Balevi ba kena ka Tenteng ya Morena ho ya sebeletsa ba le tlasa taolo ya Arone le bara ba hae. Jwalokaha Morena a ne a laetse Moshe, malebana le Balevi, ba etsa Balevi jwalo. Morena a bua ho Moshe, a re: “Ona ke molao ho Balevi: Ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mabedi a metso e mehlano ho ya hodimo, Balevi ba tla kena lenaneng la ba sebeletsang ka Tenteng ya Morena. Empa ba dilemo tse mashome a mahlano ba tla tswa lenaneng la ba sebeletsang, mme ba ke ke ba hlola ba sebeletsa. Feela ba ka nna ba thusana le bana babo bona ka Tenteng ya Morena ho hlokomela tse sebediswang, empa ha ba na ho sebeletsa. Balevi o tla ba etsa tjena, malebana le mosebetsi wa bona.” Ka kgwedi ya pele, selemong sa bobedi bana ba Iseraele ba tlohile naheng ya Egepeta, Morena a bua ho Moshe a le lehwatateng la Sinai, a re: “Bana ba Iseraele ba tla etsa mokete wa Paseka ka nako ya wona. Ka letsatsi la leshome le metso e mene la yona kgwedi ena, ka phirimana, le tla etsa mokete wa Paseka ka nako ya wona. Le tla o etsa ho ya ka melao yohle ya wona, le ho ya ka ditaelo tsohle tsa wona.” Moshe a bolella bana ba Iseraele hore ba etse mokete wa Paseka. Ka letsatsi la leshome le metso e mene, la kgwedi ya pele, ka phirimana, bana ba Iseraele ba etsa mokete wa Paseka ba le lehwatateng la Sinai. Bana ba Iseraele ba etsa tsohle ho ya kamoo Morena a neng a laetse Moshe kateng. Ho ne ho le teng banna ba bang, ba neng ba ena le sesila ka baka la ho ama setopo sa motho e mong, ba ileng ba sitwa ho etsa mokete wa Paseka ka letsatsi leo. Yaba ba tla kapele ho Moshe le ho Arone ka lona letsatsi leo. Banna bao ba re ho Moshe: “Re sesila ka baka la setopo sa motho e mong; ke ka baka lang re sa dumellweng ho etsa nyehelo ya Morena, ka nako ya yona, mmoho le bana ba Iseraele?” Moshe a re ho bona: “Nkemeleng, nke ke utlwe seo Morena a tla ntaela sona malebana le lona.” Morena a bua ho Moshe, a re: “Bolella bana ba Iseraele, o re: Haeba motho ofe kapa ofe wa lona, kapa wa leloko la lona, a ena le sesila ka baka la setopo sa motho; kapa eba o leetong, holehole, o tla nne a etsetse Morena mokete wa Paseka. Ka letsatsi la leshome le metso e mene la kgwedi ya bobedi, ka phirimana, ba tla etsa mokete wa Paseka, ba je le bohobe bo sa lomoswang, le moroho o babang. Ba se ke ba itshiela letho bakeng sa hosasane, ho se be le lesapo le rojwang. Ba tla o etsa ho ya ka melao yohle ya mokete wa Paseka. Empa ha motho a hlwekile, a bile a se leetong, feela a sa etse mokete wa Paseka, motho eo o tla kgaolwa setjhabeng sa habo, hobane ha a a ka a etsetsa Morena mokete wa Paseka ka nako ya wona. Motho eo a tla jara sebe seo sa hae. “ Ha mojaki ya jakileng hara lona a rata ho etsetsa Morena mokete wa Paseka, o tla o etsa ho ya ka taelo ya wona le ka molao wa wona; a o etse jwalo. Le tla ba le molao o le mong bakeng sa mojaki le bakeng sa letswallwa la naha. ” Ka letsatsi leo ba neng ba hloma Tente ya Morena ka lona, leru la e kgurumetsa. Ka phirimana leru lena le ne le ye le ke kganare ya mollo hodima Tente ya Morena, ho fihlela hoseng. Kamehla ho ne ho ye ho be jwalo, leru le kwahele Tente ya Morena, bosiu e be kganare ya mollo. Ha leru le ne le phahama ho tloha hodima Tente, bana ba Iseraele ba ne ba ye ba tswele pele leetong, mme moo leru le theohelang hodima Tente ya Morena ha ba le hona teng, ebe bana ba Iseraele ba hloma hona teng. Ka taelo ya Morena bana ba Iseraele ba ne ba ye ba tswele pele leetong, mme ka taelo ya Morena ba ne ba ye ba hlome. Ka matsatsi wohle ha leru le ntse le kgurumeditse Tente ya Morena, ba ne ba ye ba dule diahelong. Leha leru le ne le ka kgurumetsa Tente ya Morena ka matsatsi a mangata, bana ba Iseraele ba ne ba ye ba boloke taelo ya Morena, ba se ke ba tswela pele leetong. Ka nako e nngwe leru le ne le ye le kgurumetse Tente ya Morena ka matsatsi a seng makae; ka taelo ya Morena ba ne ba ye ba dule diahelong, mme ka taelo ya Morena ebe ba tswela pele leetong. Ka nako e nngwe leru le ne le ye le kgurumetse Tente ya Morena ho tloha ka phirimana ho isa hoseng; ere ha leru le phahama hoseng, ebe ba tswele pele leetong. Kapa haeba leru le phahama motsheare kapa bosiu, ebe ba tswela pele leetong. Leha leru le ne le ka kgurumetsa Tente ya Morena ka matsatsi a mabedi, kapa kgwedi, kapa ho feta moo, mme le itulela hodima Tente ya Morena, bana ba Iseraele ba ne ba ye ba hlole diahelong, ba se ke ba tswela pele leetong. Empa ha leru le ne le phahama, ba ne ba ye ba tswele pele leetong. Ka taelo ya Morena, ba ne ba ye ba hlome, mme ka taelo ya Morena ba tswele pele leetong. Ba boloka taelo ya Morena, jwalokaha a ne a ba laetse ka Moshe. Morena a bua ho Moshe, a re: “Etsa diterompeta tse pedi tsa silefera, o di etse ka silefera e thutsweng. O tla di sebedisa ha o bitsa setjhaba, leha ho tswelwa pele leetong. Ha diterompeta tsena di letswa bobedi ba tsona, setjhaba sohle se tla phuthehela ho wena, kapele ho monyako wa Tente ya Morena. Empa ha ho letswa terompeta e le nngwe, mahosana, e leng dihlooho tsa diketekete tsa Iseraele, a tla phuthehela ho wena. “Ha o hlaba mokgosi wa pele ka terompeta, ba diahelong tse ka botjhabela ba tla tswela pele leetong. Ha o hlaba mokgosi wa bobedi ka terompeta, ba diahelong tse ka borwa ba tla tswela pele leetong. Kamehla ha ho hlwajwa mokgosi, ba tla tswela pele maetong a bona. Empa ha setjhaba se lokela ho phutheha mmoho, o tla letsa terompeta, feela o se ke wa hlaba mokgosi. “Bara ba Arone, e leng baprista, ke bona ba tla letsa terompeta. Ho letsa diterompeta e tla ba molao wa mehla yohle ho lona, le ho meloko ya lona. “Naheng ya lona, ha le futuha, le eya ho lwantsha sera se le hateletseng, le tla hlaba mokgosi ka diterompeta. Le tla hopolwa ke Morena Modimo wa lona, mme le tla pholoswa direng tsa lona. Mohla matsatsi a lona a thabo, le mohla mekete ya lona e kgethehileng, le mohla dikgwedi tsa lona di thwasang, le tla letsetsa diterompeta tsa lona hodima dinyehelo tsa lona tsa setjheso, le hodima mahlabelo a lona a nyehelo ya teboho. Tsena e tla ba kgopotso ya lona kapele ho Modimo wa lona. Ke nna Morena Modimo wa lona.” Ka letsatsi la mashome a mabedi la kgwedi ya bobedi, selemong sa bobedi, leru la phahama, la tloha hodima Tente ya Morena e kentseng areka ya selekane. Bana ba Iseraele ba tloha lehwatateng la Sinai, ba tswela pele leetong la bona, ba tsamaya ba hloma, ba hlomola, leru la ba la ya ema lehwatateng la Parane. Ba tswela pele leetong la bona lekgetlo la pele, jwalokaha Morena a ne a ba laetse ka Moshe. Ba nkileng mokgele wa Juda ba tloha pele, ho ya ka mabotho a bona. Mookamedi wa lebotho la Juda e ne e le Naheshone, mora wa Aminadabe. Mookamedi wa lebotho la morabe wa bana ba Isakare e ne e le Netanele, mora wa Suare. Mookamedi wa lebotho la morabe wa bana ba Sebulone e ne e le Eliabe, mora wa Helone. Yaba Tente ya Morena e a kgokgothollwa, mme bara ba Gereshone le bara ba Merari, ba neng ba jara Tente ya Morena, ba tswela pele leetong. Jwale ba nkileng mokgele wa diahelo tsa Rubene ba tswela pele leetong, ho ya ka mabotho a bona. Mookamedi wa lebotho la bona e ne e le Eleshure, mora wa Shedeure. Mookamedi wa lebotho la morabe wa bara ba Simeone e ne e le Shelomiele, mora wa Surishadai. Mookamedi wa lebotho la morabe wa bana ba Gade e ne e le Eleasafo, mora wa Deuele. Jwale ba morabe wa Kohate, ba neng ba jara dintho tse halalelang, ba tswela pele leetong, mme Tente ya Morena e ile ya hlongwa pele ba fihla. Ba nkileng mokgele wa diahelo tsa bana ba Efraime ba tswela pele leetong, ho ya ka mabotho a bona. Mookamedi wa lebotho la bona e ne e le Eleshama, mora wa Amihude. Mookamedi wa lebotho la morabe wa bana ba Manase e ne e le Gamaleele, mora wa Pedasure. Mookamedi wa lebotho la morabe wa bana ba Benjamine e ne e le Abidane, mora wa Gidoni. Jwale ba nkileng mokgele wa diahelo tsa bana ba Dane, ba tswela pele leetong, ho ya ka mabotho a bona, ba le kamoraorao ho ba diahelo tsohle. Mookamedi wa lebotho la bona e ne e le Ahiesere, mora wa Amishadai. Mookamedi wa lebotho la morabe wa bana ba Ashere e ne e le Pagiele, mora wa Okerane. Mookamedi wa lebotho la morabe wa bana ba Nafthali e ne e le Ahira, mora wa Enane. Ona e bile mokgwa oo bana ba Iseraele ba neng ba ye ba tswele pele ka wona leetong, ho ya ka mabotho a bona, ha ba tsamaya. Moshe a re ho Hobabe, mora wa Reuele wa Momidiane, e leng mohwe wa Moshe: “Re tswela pele leetong la ho ya sebakeng seo Morena a ileng a re: Ke tla le nea sona. Tsamaya le rona mme re tla o etsetsa tse molemo, hobane Morena o tshepisitse Iseraele tse molemo.” Empa Hobabe a re ho Moshe: “Nke ke ka ya le lona; ke tla ikela naheng ya heso le ho baheso.” Moshe a re ho Hobabe: “Se tlohe hara rona, ke a o rapela, hobane o a tseba hore na diahelo tsa rona re tla di hloma jwang lehwatateng, mme e tla ba wena mahlo a rona. Haeba o eya le rona, molemo oo Morena a re etsetsang wona, le rona re tla o etsetsa wona.” Jwale ba tloha thabeng ya Morena, ba tsamaya leeto la matsatsi a mararo. Areka ya selekane sa Morena ya ba etella pele ka matsatsi a mararo, ho ya ba batlela sebaka sa ho phomola. Leru la Morena le ne le ba okametse motsheare, ha ba tloha diahelong. Ha areka e tloha, Moshe o ne a ye a re: “Tsoha, Morena, dira tsa hao di qhalane! Batho ba o hloileng ba balehe kapele ho wena!” Ha areka e bewa fatshe, Moshe o ne a ye a re: “Oho, Morena, kgutla, kgutlela ho ba dikete tsa diketekete ba Iseraele!” Setjhaba sa korotla haholo moo Morena a ntseng a utlwa. Ha Morena a utlwa, bohale ba hae ba tlokoma, mollo wa Morena wa se laimela, wa tjhesa meedi ya diahelo lore! Setjhaba sa llela Moshe, yaba Moshe o rapela Morena, mme mollo wa kokobela. Sebaka seo ba se rea lebitso la Tabera, hobane ke moo mollo wa Morena o neng o tuke hara bona. Letshwelehadi la baditjhaba le neng le tsamaya le Baiseraele la lakatsa nama haholo. Bana ba Iseraele le bona ba boela ba lla, ba re: “Ke mang ya tla re fa nama, hore re je? Re hopotse ditlhapi tseo re neng re di ja ha re sa le Egepeta, re sa di reke; le mokopu, le mahapu, le dishaloto, le eiye, le konofolo. Re feletswe ke matla! Ha ho na letho ho hang, haese manna ana ao re a bonang!” Manna a ne a tshwana le peo e tshweunyana sebopeho sa wona se tshwana le sa mamina a difate a monko o monate. Setjhaba se ne se ye se tsamaye hohle, se a bokelle, se a sile ka lelwala, kapa se a tulele lefudung, se a phehe ka dipitsa, se etse maqebekwane. A ne a latsweha jwaloka moqathane o phehilweng ka ole. Ha phoka e ne e lala diahelong bosiu, manna a ne a lala le yona. Moshe a utlwa setjhaba se lla hohle, malapeng a sona, motho ka mong a lla a le monyakong wa tente ya hae. Kgalefo ya Morena ya tlokoma haholo, mme Moshe a swaba haholo. Yaba Moshe o re ho Morena: “Ke ka baka lang ha o entse mohlanka wa hao tjee? Ke ka baka lang ha o sa nkgauhele, o mpelesitse mojaro wa setjhaba see sohle? Na ke nna ya emotseng setjhaba see sohle? Na ke nna ya se tswetseng, ha o re ho nna: Ba sike sefubeng sa hao, jwalokaha mohodisi a sika lesea, o ba ise naheng eo ke e hlapanyeditseng bo-ntata bona? Nama ya ho fepa setjhaba see sohle ke tla e fumana kae? Se a ntelela, se re: Re fe nama, re je! Ke sitwa ho jara setjhaba sena sohle ke le mong, hobane se nkimela haholo. Haeba o nketsa tjena, hlo mpolaye hona jwale, ke a o rapela, haeba o nkgauhetse, e le hore ke se ke ka bona bomadimabe ba ka.” Morena a re ho Moshe: “Ntlisetse banna ba mashome a supileng, bao e leng baholo ba setjhaba sa Iseraele, bao o tsebang hore ke baholo le baokamedi ba setjhaba sa Iseraele. O ba tlise ka Tenteng ya Morena, ba eme teng hammoho le wena. Ke tla theohela teng, ke bue le wena. Ke tla nka karolo e nngwe ya moya o ho wena, ke ba abele yona. Ba tla jarisana mojaro wa setjhaba sena le wena, hore o se ke wa o jara o le mong. “O tle o re ho setjhaba: Itlhwekisetseng letsatsi la hosasane, mme le tla ja nama, hobane Morena o utlwile le lla, le re: Ke mang ya tla re fa nama, hore re je? Re ne re phela hamonate Egepeta! Ka baka leo, Morena o tla le fa nama, mme le tla ja. Ha le ka ke la e ja ka tsatsi le le leng, kapa ka matsatsi a mabedi, kapa ka matsatsi a leshome, kapa ka matsatsi a mashome a mabedi, empa le tla e ja kgwedi kaofela, ho fihlela e etswa ka dinko, e ba e le tena, hobane le lahlile Morena ya ntseng a le hara lona, la ba la lla kapele ho yena, la re: Ke ka baka lang re ileng ra tloha Egepeta? ” Moshe a re: “Batho ba ditaaso bao ke nang le bona ke dikete tse makgolo a tsheletseng, empa o re: Ke tla ba fa nama eo ba tla e ja kgwedi kaofela! Na ba tla hlabelwa mehlape ya dinku le ya dikgomo hore e ba lekane? Kapa ebe ba tla tshwasetswa ditlhapi tsohle tsa lewatle, hore di tle di ba lekane?” Yaba Morena o re ho Moshe: “Na ho na le se ka sitang Morena? Jwale o tla bona hore na lentswe la ka le tla phethahala kapa tjhe.” Moshe a tswa, a bolella setjhaba mantswe a Morena. A phutha banna ba mashome a supileng ba bao e leng baholo ba setjhaba, a ba emisa ho potapota Tente ya Morena. Yaba Morena o theoha a le lerung, o bua ho Moshe. A nka karolo e nngwe ya Moya o ho Moshe, a e abela banna ba, mashome a supileng, bao e leng baholo. Eitse ha Moya o dula hodima bona, ba porofeta, empa ba ba ba kgaotsa. Empa banna ba babedi ba ne ba setse diahelong. Lebitso la e mong wa bona e ne e le Eledade, la e mong e le Medade. Le bona Moya o ile wa dula hodima bona. E ne e le ba bang ba ba neng ba ngotswe bukeng, empa bona ba sa ka ba ya ka Tenteng ya Morena; yaba bona ba porofeta ba le diahelong. Mohlankanyana a matha, a bolella Moshe, a re: “Bo-Eledade le Medade ba ntse ba porofeta ka diahelong!” Yaba ho bua Joshua, mora wa Nune, lehlahana la Moshe, e leng e mong wa banna ba hae ba kgethilweng, o re: “Moshe, monga ka, ba thibele!” Empa Moshe a re ho yena: “Na o ntjhwela mona? Eka batho bohle ba Morena e ka be e le baporofeta, Morena a theolele Moya wa hae hodima bona.” Yaba Moshe le baholo ba Iseraele ba kgutlela diahelong. Ha tsoha moya o tswang ho Morena, wa tlisa dikwekwe tse tswang lewatleng; wa di hasanya diahelong, le ho potapota. Bonamo ba sebaka seo di neng di se kwahetse, ho tloha mahlakoreng wohle a diahelo, e ne e le sa leeto la letsatsi ho tloha diahelong; di ne di fofa, di phahametse lefatshe ka bophahamo bo ka etsang methara e le nngwe. Setjhaba sa ema ka maoto letsatsi leo lohle, le bosiu bohle, le ka letsatsi lohle le latelang, sa bokella dikwekwe. Ya neng a bokeletse hanyenyane o ne o bokeletse tse ka bang boima ba dikilo tse sekete. Ba di beka dihwapa, ba di aneha ho potapota diahelo. Yare ba sa ntse ba lomme nama, ba eso e hlafune le ho e hlafuna, kgalefo ya Morena ya ba laimela, Morena o otla setjhaba ka sewa se tshabehang. Sebaka seo ba se rea lebitso la Mabitla a Meharo, hobane ke moo batho ba meharo ba neng ba epelwe teng. Setjhaba sa tswela pele leetong ho tloha Mabitleng a Meharo, ho ya fihla Haserote, yaba se emisa teng. Meriama le Arone ba bua hampe ka Moshe, ka baka la mosadi wa Mokushe eo a neng a mo nyetse, hobane o ne a nyetse mosadi wa Mokushe. Ba re: “Na Morena o fela a buile ka molomo wa Moshe? Na ha a eso bue ka melomo ya rona?” Morena a utlwa taba ena. Moshe e ne e le motho ya mosa haholo ho feta batho bohle ba kileng ba phela lefatsheng. Hanghang Morena a bua ho Moshe, le ho Arone, le ho Meriama, a re: “Lona ba bararo tloong ka Tenteng ya Morena!” Boraro ba bona ba tla ka Tenteng ya Morena. Morena a theoha a le kahara leru le lopaletseng, a ema monyakong wa Tente, a bitsa Arone le Meriama, mme bobedi ba bona ba tla. Morena a re ho bona: “Jwale utlwang mantswe a ka: “Haeba ho na le moporofeta hara lona, nna, Morena, ke tla itsebisa yena ka pono, ke tla bua le yena ka toro. Ho mohlanka wa ka Moshe ha ho jwalo; ka tlung ya ka yohle o a tshepahala. Ke bua le yena re tadimane, Ke bua ka puo e hlakileng, e seng ka dilotho, yena o bona sebopeho sa ka. Ke ka baka lang ha le sa tshabe ho bua, le sa tshabe ho bua Moshe, mohlanka wa ka, hampe?” Kgalefo ya Morena ya tlokoma, yaba o a tsamaya. Leru la phahama hodima Tente ya Morena, Meriama a sala a se a tletse lepera, a le mosweu jwaloka lehlwa. Ha Arone a retelehela ka ho Meriama, a bona a se a tletse lepera. Arone a re ho Moshe: “Oho, morena ka, se ke wa re jarisa sebe, ke a o rapela, hobane re entse ka bothoto, mme re entse sebe. Meriama a se ke a ba jwaloka sefolotsana se tswang popelong ya mma sona, dinama tse ding tsa sona di jeehile.” Moshe a ipiletsa ho Morena, a re: “Oho, Modimo, ke a o rapela! Ako mo fodise hle!” Yaba Morena o re ho Moshe: “Haeba ntatae a ne a ka mo tshwela ka mathe sefahlehong, na o ne a ke ke a ba dihlong ka matsatsi a supileng? Mo kwalle kathoko ho diahelo ka matsatsi a supileng, mme kamora moo le mo tlise diahelong hape.” Meriama a kwallwa kathoko ho diahelo ka matsatsi a supileng, mme setjhaba ha se a ka sa tswela pele leetong ho fihlela Meriama a kgutlisetswa diahelong hape. Kamora moo setjhaba sa tswela pele leetong, ho tloha Haserote, mme sa fihla sa hloma diahelo lehwatateng la Parane. Morena a bua ho Moshe, a re: “Romela banna ho ya hlwela naha ya Kanana, eo ke e neang bana ba Iseraele. Morabeng o mong le o mong wa bo-ntata bona o romele monna a le mong; e mong le e mong wa bona e be kgosana.” Moshe a romela banna bao ho tloha lehwatateng la Parane, ka taelo ya Morena. Banna bao bohle e ne e le mahosana a bana ba Iseraele. Mabitso a bona ke ana: Morabeng wa Rubene e ne e le Shamua, mora wa Sakure; morabeng wa Simeone e le Shafate, mora wa Hori; morabeng wa Juda e le Kalebe, mora wa Jefune; morabeng wa Isakare e le Jigale, mora wa Josefa; morabeng wa Efraime e le Joshua, mora wa Nune; morabeng wa Benjamine e le Paleti, mora wa Rafu; morabeng wa Sebulone e le Gadiele, mora wa Sodi. Morabeng wa Josefa, ke ho re morabeng wa Manase, e le Gadi, mora wa Susi; morabeng wa Dane e le Amiele, mora wa Gemale; morabeng wa Ashere e le Setore, mora wa Mikaele; morabeng wa Nafthali e le Nahabi, mora wa Fofesi; morabeng wa Gade e le Geuele, mora wa Maki. Ana ke mabitso a banna bao Moshe a ileng a ba roma ho ya hlwela naha. Mora wa Nune, e leng Hoshea, Moshe a mo rea lebitso la Joshua. Moshe a ba roma ho ya hlwela naha ya Kanana, mme a re ho bona: “Nyolohang le mona Negebe, le nyolohele naheng e maralla. Le shebe hore na naha e jwang, le hore na batho ba ahileng ho yona ba matla kapa ba a fokola, le hore na ba bangata kapa ha ba bakae. Le shebe le hore na naha eo ba ahileng ho yona e ntle kapa e mpe, le hore na metse eo ba ahileng ho yona e jwang; na ke diahelo kapa ke diqhobosheane. Le shebe le hore na naha eo e jwang; na e nonne kapa ke letswatlare, le hore na patsi e teng kapa tjhe. Le be sebete, le re tlele le ditholwana tsa naha eo.” E ne e le nako ya dilopotsiya tsa morara. Banna bao ba nyoloha, ba hlwela naha ho tloha lehwatateng la Sine ho ya fihla Rehobe, le ho ya fihla Kgorong ya Hamate. Ba nyolohela Negebe, ba ya fihla Heborone, moo Ahimane, le Sheshai, le Talamai, bana ba Anake, ba neng ba ahile teng. Heborone e ne e ile ya hahuwa dilemo tse supileng pele Sowane e Egepeta e hahuwa. Ba ya fihla kgohlong ya Eshekole, mme teng ba kgaola lekala le nang le lesihla la morara, ba le jara ka thupa e tshwerweng ka mahlakoreng a mabedi ke banna ba babedi; hape ba tla le dikgarenate le difeiye. Sebaka seo ba se rea lebitso la kgohlo ya Eshekole, ka baka la lekala leo banna ba Iseraele ba ileng ba le kgaola moo. Kamora matsatsi a mashome a mane, ba kgutla ho tswa hlwela naha eo. Ba tsamaya, ba fihla ho Moshe, le ho Arone, le ho setjhaba sohle sa bana ba Iseraele, ba neng ba le lehwatateng la Parane e Kadeshe. Ba behela Moshe, le Arone, le setjhaba sohle ditaba, mme ba ba bontsha le ditholwana tsa naha eo. Ba bolella Moshe, ba re: “Re ile ra fihla naheng eo o neng o re romme ho yona; ruri ke naha e phallang lebese le mahe a dinotshi, mme tsena ke ditholwana tsa naha eo. Leha ho le jwalo, batho ba ahileng moo ba matla, mme metse ya teng e meholo, e na le diqhobosheane; re bile re bone Baanake hona teng. Baamaleke ba ahile naheng ya Negebe. Bahete, le Bajebuse, le Baamore, ba ahile dithabeng. Bakanana ba ahile pela lewatle, le pela noka ya Jorodane.” Jwale Kalebe, a le kapele ho Moshe, a re ho setjhaba: “Tsie lala! Re tla nyolohela teng habobebe, mme naha eo e tla ba ya rona, hobane re tla e hapa.” Empa banna ba neng ba ile le yena ba re: “Re tla sitwa ho nyoloha ho ya lwantsha setjhaba seo, hobane se matla ho re feta.” Ba bolella bana ba Iseraele ditaba tse mpe ka naha eo ba neng ba ilo e hlwela, ba re: “Naha eo re neng re ilo e hlwela ke naha e matswatlare. Batho bohle bao re ba boneng ke banna ba diqhobane. Naheng eo re bone diqhobane tsena, e leng Baanake ba tswetsweng ke diqhobane. Ha re ipapisa le bona re iphumane re le ditsienyane, le bona ha ba re tadima ba bona re le ditsienyane.” Setjhaba sohle sa phahamisa mantswe, sa howa haholo, sa lla bosiu bohle. Bana ba Iseraele bohle ba korotlela Moshe le Arone, mme setjhaba sohle sa re ho bona: “Hoja re hlile ra shwella naheng ya Egepeta, kapa ebe re shwetse lehwatateng lena! Ke hobaneng ha Morena a re tlisa naheng ee, hore re tlo bolawa ka sabole? Basadi ba rona le bana ba rona ba tla hapuwa. Na ha ho molemo hore re kgutleleng Egepeta?” Ba buisana ba le bang, ba re: “A re ikgetheleng moetapele, re kgutleleng Egepeta.” Yaba Moshe le Arone ba itihela fatshe ka difahleho kapele ho phutheho yohle ya setjhaba sa bana ba Iseraele. Joshua, mora wa Nune, le Kalebe, mora wa Jefune, e leng ba ba neng ba ilo hlwela naha, ba hahola diaparo tsa bona. Ba re ho setjhaba sohle sa bana ba Iseraele: “Naha eo re tsamaileng hara yona ho e hlwela, ke naha e ntle haholo. Haeba Morena a kgahlilwe ke rona, o tla re fihlisa naheng eo, a re nee yona, e leng naha e phallang lebese le mahe a dinotshi. Feela le se ke la fetohela Morena, mme le se ke la tshaba baahi ba naha eo, hobane rona re tla ba ripitla. Ha ba sa na mosireletsi, athe rona o na le rona. Le se ke la tshaba.” Yare ha setjhaba sohle se re se ba tlepetsa ka majwe, tlotla ya Morena ya iponahatsa ka Tenteng ya Morena ho bana ba Iseraele bohle. Morena a re ho Moshe: “Setjhaba see se tla nnyedisa ho fihlela neng? Se tla hana ho ntumela ho fihlela neng, leha se bone dipontsho tsohle tseo ke di entseng hara sona? Ke tla se otla ka lefu la sewa, ke se timetse, empa ka wena ke tla etsa setjhaba se matla ho feta sena.” Jwale Moshe a re ho Morena: “Baegepeta ba tla utlwela taba ena, hore o ntshitse setjhaba sena hara bona ka matla a hao. Ba tla tsebisa baahi ba naha ena, ba utlwileng hore wena, Morena, o teng kahara setjhaba sena; le hore wena, Morena, se o bona thaka tsa mahlo di tadimane; le hore leru la hao le se okametse, motsheare o se etella pele o le kahara leru le lopaletseng, bosiu o le kahara kganare ya mollo. Jwale ha o ka bolaya setjhaba sena sohle, ditjhaba tse utlwileng botumo ba hao di tla re: Kahobane Morena o sitilwe ho fihlisa setjhaba sena naheng eo a neng a se hlapanyetse hore o tla se nea yona, ke ka hona a se bolaetseng lehwatateng. “Jwale ke a o rapela: matla a Morena a ke a be maholo, jwalokaha o ne o bue, wa re: Morena o dieha ho halefa, o na le mohau o moholo, o tshwarela bokgopo le ditlolo, empa a ke ke a tlohela ho otla ba molato; o otla bana le ditloholo ka baka la bokgopo ba bo-ntata bona, ho isa molokong wa boraro le wa bone. Ke a o rapela: ako tshwarele setjhaba sena bokgopo ba sona, ho ya ka mosa wa hao o moholo, jwalokaha o nnile wa se tshwarela ho tloha Egepeta ho fihlela jwale.” Yaba Morena o re: “Ke se tshwaretse ho ya ka kopo ya hao. Empa ke hlapanya ka bophelo ba ka, le ka tlotla ya Morena e tletseng lefatsheng lohle: batho bohle ba boneng tlotla ya ka le dipontsho tsa ka tseo ke di entseng Egepeta le lehwatateng, empa ba ntekileng ka makgetlo ana a leshome, ba hana ho mamela lentswe la ka; ruri ba ke ke ba bona naha eo ke e hlapanyeditseng bo-ntata bona; le bohle ba nnyedisitseng ba ke ke ba e bona. Empa mohlanka wa ka Kalebe, kaha yena o na le moya o sa tshwaneng le wa ba bang bana, mme o ile a ntatela ka ho tlala, ke tla mo finyeletsa naheng eo a kileng a ya ho yona, mme ditloholo tsa hae di tla e rua. Kaha Baamaleke le Bakanana ba ahile ka kgohlong ya naha eo, hosasane lona le kgelohe, le lebe lehwatateng, ka tsela e yang Lewatleng la Lehlaka.” Morena a bua ho Moshe, le ho Arone, a re: “Setjhaba see se kgopo, se nkorotlelang, ke tla se mamella ho fihlela neng? Ke utlwile ho korotla ha bana ba Iseraele, hoo ba nkorotlelang ka hona. Ere ho bona: Ke hlapanya ka bophelo ba ka, ho rialo Morena; ruri ke tla le etsa ho ya kamoo ke utlwileng le bua kateng. Ditopo tsa lona di tla rapalla lehwatateng lena; lona bohle ba badilweng ha ho balwa setjhaba, bohle ba dilemo di mashome a mabedi ho ya hodimo, ba ileng ba nkorotlela; ruri le ke ke la finyella naheng eo ke hlapantseng hore ke tla le ahisa ho yona, haese Kalebe, mora wa Jefune, le Joshua, mora wa Nune. Empa bana ba lona, bao le itseng ba tla hapuwa, bona ke tla ba finyeletsa naheng eo, mme ba tla tseba naha eo le e hanneng. Athe ha e le lona, ditopo tsa lona di tla rapalla lehwatateng lena. Bana ba lona ba tla lelera lehwatateng ka dilemo tse mashome a mane, ka baka la ho se tshepahale ha lona, ho fihlela ditopo tsa lona di timellela lehwatateng. Jwalokaha le ile la hlwela naha ka matsatsi a mashome a mane, le tla jara bokgopo ba lona ka dilemo tse mashome a mane, e leng hore letsatsi ka leng le lekana le selemo. Kahoo le tla tseba hore na ho ntwantsha ke eng. Nna, Morena, ke buile. Ruri hona ke tla ho etsa ho setjhaba sena sohle se kgopo, se ikopantseng ho ntwantsha. Se tla timella lehwatateng lena, se shwelle teng.” Banna bao Moshe a neng a ba rometse ho ya hlwela naha, bao ho kgutleng ha bona ba ileng ba etsa hore setjhaba se mo korotlele, ka ho se bolella ditaba tseo e seng tsa nnete; banna bana ba tlisitseng ditaba tseo e seng tsa nnete, ba ile ba bolawa ke lefu la sewa ba le kapele ho Morena. Empa ha e le Joshua, mora wa Nune, le Kalebe, mora wa Jefune, ba ile ba phela ho ba neng ba ilo hlwela naha. Moshe a phetela bana ba Iseraele bohle ditaba tsena, mme setjhaba sa lla haholo. Setjhaba sa tsoha e sa le hosasa, sa nyolohela hodima tlhoro ya thaba, sa re: “Bonang re mona, re tla ya sebakeng seo Morena a buileng ka sona, hobane re sitilwe.” Empa Moshe a re: “Ke ka baka lang ha le tlola taelo ya Morena, ha e le moo ho bonahala hore e ke ke ya atleha? Se keng la nyoloha, hobane Morena ha a yo hara lona, mme dira tsa lona di tla le hlola. Baamaleke le Bakanana ba se ba le emetse, mme ba tla le bolaya ka sabole. Kaha le furaletse tsela ya Morena, Morena a ke ke a ba le lona.” Empa ba nna ba pheella ho nyolohela tlhorong ya thaba, feela areka ya selekane, mmoho le yena Moshe, ya se ke ya tswa diahelong. Jwale Baamaleke le Bakanana ba neng ba ahile dithabeng ba theoha, ba hlola Baiseraele, ba ba phaladisa ho ya fihla Horema. Morena a bua ho Moshe, a re: “Bua le bana ba Iseraele, o re: Ha le fihla naheng eo le tla aha ho yona, eo ke le neang yona, le nyehelle Morena ka nyehelo ya mollo, e leng nyehelo ya setjheso, kapa sehlabelo sa ho etsa kano, kapa nyehelo ya boithaopo, kapa ya mekete ya lona e kgethehileng, e le nyehelo e monko o monate, e amohelehang ho Morena, e tswang mohlapeng wa dikgomo kapa wa dinku. Jwale ya nyehellang Morena a be a tlise le nyehelo ya dijo, ya phofo e thumisehileng, e boima ba kilo e le nngwe, e dubilweng ka ole e etsang lethara e le nngwe; le veine e etsang lethara e le nngwe, e le nyehelo ya seno. Nyehelo ena o tla nyehela ka yona mmoho le nyehelo ya setjheso, kapa sehlabelo bakeng sa konyana e nngwe le e nngwe. “ Kapa bakeng sa pheleu o tla nyehela ka nyehelo ya dijo, ya phofo e thumisehileng, e boima ba dikilo tse pedi; phofo ena e be e dubilweng ka ole e etsang lethara e le nngwe le halofo. Bakeng sa nyehelo ya seno o nyehele ka veine e etsang lethara e le nngwe le halofo, e be e monko o monate, e amohelehang ho Morena. “ Ha o nyehela ka pohwana e le nyehelo ya setjheso, kapa e le sehlabelo, kapa e le ya ho etsa kano, kapa e le nyehelo ya teboho e nyehellwang Morena; o tla nyehela ka nyehelo ya pohwana mmoho le nyehelo ya dijo. E be phofo e boima ba kilo tse tharo, e thumisehileng, e dubilweng ka lethara tse pedi tsa ole. Bakeng sa nyehelo ya seno o nyehele ka veine e etsang dilethara tse pedi, e le nyehelo ya setjheso e monko o monate, e amohelehang ho Morena. “ Oetse jwalo ka pohwana e nngwe le e nngwe, kapa ka pheleu e nngwe le e nngwe, kapa ka konyana e nngwe le e nngwe, kapa ka potsanyane e nngwe le e nngwe. Ho ya ka palo ya diphoofolo tseo o nyehelang ka tsona, le tla etsa jwalo ka e nngwe le e nngwe ho latela palo ya tsona. “ Letswallwa le leng le le leng la naha le tla etsa dintho tsena ka mokgwa ona, ha le nyehela ka nyehelo ya mollo e monko o monate, e amohelehang ho Morena. Haeba mojaki ya jakileng hara lona, kapa mang kapa mang ya jakileng hara lona melokong ya lona, a rata ho nyehella Morena ka nyehelo ya mollo e monko o monate, e amohelehang ho Morena, o tla etsa jwalokaha le etsa. Ho tla ba le molao o le mong ho setjhaba, le ho mojaki ya jakileng hara lona. Ona ke molao wa mehla yohle melokong ya lona. Seo le leng sona, le mojaki o tla ba sona kapele ho Morena. Molao o tla ba mong, le taelo e tla ba nngwe ho lona le ho mojaki ya jakileng hara lona. ” Morena a bua ho Moshe, a re: “Bua le bana ba Iseraele, o re ho bona: Ha le fihla naheng eo ke le isang ho yona, e tle ere ha le eja dijo tsa naha eo, le nyehelle Morena ka nyehelo e phahamiswang. Ka bohobe bo entsweng ka koro ya dilopotsiya, o tla nyehella Morena, e le nyehelo e akgotswang. O tla e phahamisa jwalokaha o etsa ka nyehelo e akgotswang e tswang seotlong. Melokong yohle ya lona le tla nyehella Morena ka hlama ya dilopotsiya tsa koro, e le nyehelo e akgotswang. “ Ha le etsa phoso, mme le sa boloke melao ena yohle eo Morena a e boleletseng Moshe; esita le tsohle tseo Morena a le laetseng tsona ka Moshe, ho tloha mohla Morena a le laelang ho ya fihla melokong ya lona; haeba setjhaba se etsa phoso e se ka morero, setjhaba sohle se tla nyehela ka pohwana e le nyehelo ya setjheso, e monko o monate, e amohelehang ho Morena. Setjhaba se tla nyehela le ka nyehelo ya dijo e tsamayang le nyehelo ya pohwana, le ka nyehelo ya seno e tsamayang le yona, ho ya ka taelo. Le nyehele le ka phooko e le nngwe e le nyehelo e tlosang sebe. Moprista o tla etsetsa setjhaba sohle sa bana ba Iseraele tefelo ya sebe, mme ba tla tshwarelwa, hobane ba entse phoso, mme ba tlisitse nyehelo ya mollo ho Morena, le nyehelo e tlosang sebe, ka baka la phoso ya bona. Setjhaba sohle sa bana ba Iseraele se tla tshwarelwa, mmoho le mojaki ya jakileng hara sona, hobane ho entswe phoso. “ Haeba e mong a etsa sebe e se ka morero, o tla nyehela ka podi e tshehadi, e nang le selemo, e le nyehelo e tlosang sebe. Moprista o tla etsetsa motho eo ya entseng sebe e se ka morero tefelo ya sebe kapele ho Morena; o tla mo etsetsa tefelo ya sebe, mme o tla tshwarelwa. Ho ya etsang sebe e se ka morero, ho tla ba le molao o le mong ho letswallwa la naha, le ho mojaki ya jakileng hara lona. “ Empa motho ya tlolang molao ka boomo, e ka ba letswallwa la naha kapa mojaki, eo o nyefola Morena, mme o tla kgaolwa setjhabeng sa habo. Motho eo o nyedisitse lentswe la Morena, o tlotse molao wa hae, mme eka kgona a kgaolwe ho hang, a jare bokgopo ba hae. ” Ha banna ba Iseraele ba sa le lehwatateng, ba fumana motho a ntse a rwalla patsi ka letsatsi la Sabatha. Ba mo fumaneng a ntse a rwalla patsi ba mo tlisa ho Moshe, le ho Arone, le ho setjhaba sohle. Ba mo kenya tjhankaneng, hobane ho ne ho eso bolelwe hore na a etswe jwang. Morena a re ho Moshe: “Ruri motho eo a bolawe. Setjhaba sohle se mo tlepeletse kantle ho diahelo, ka majwe.” Yaba setjhaba sohle se mo ntshetsa kantle ho diahelo, se mo tlepetsa ka majwe, a ba a shwa jwalokaha Morena a ne a laetse Moshe. Morena a bua ho Moshe, a re: “Bua le bana ba Iseraele, o re ho bona ba iketsetse ditjellane diqoleng tsa diaparo tsa bona, melokong yohle ya bona, mme hodima tjellane e nngwe le e nngwe e qoleng ya seaparo ho rokellwe kgwele e putswa. Ha le bona ditjellane tsena le tla hopola melao yohle ya Morena, mme le e phethe. Le se ke la phetha ditakatso tsa dipelo tsa lona le tsa mahlo a lona, e leng tse etsang hore le se ke la tshepahala. Ka mokgwa o jwalo, hopolang melao ya ka yohle, le e phethe, mme le tla halalela ho Modimo wa lona. Ke nna Morena Modimo wa lona, ya le ntshitseng naheng ya Egepeta, hore ke be Modimo wa lona. Ke nna Morena Modimo wa lona.” Kora, mora wa Isihare, mora wa Kohate, mora wa Levi, a ena le Datane le Abirame, bara ba Eliabe, le One, mora wa Pelete, e leng bara ba Rubene; banna bana ba tsohela Moshe matla, ba ena le banna ba bang ba bana ba Iseraele, ba makgolo a mabedi le mashome a mahlano, bao e leng mahosana a setjhaba, ba tumileng, ba kgethilweng setjhabeng. Ba ikopanya, ba lwantsha Moshe le Arone, ba re ho bona: “Kgale re le mameletse! Setjhaba sena sohle se a halalela, mme Morena o teng hara sona. Ke ka baka lang ha le iphahamisa, le ipea kahodima setjhaba sa Morena?” Ha Moshe a utlwa taba ena a itihela fatshe ka sefahleho, a bua le Kora le balatedi ba hae, a re: “Hosasane Morena o tla bontsha eo e leng wa hae, le hore na ya halalelang ke mang, mme a mo atametse pela hae. Eo a tla mo kgetha, o tla mo atametsa pela hae. Etsang tjena: wena Kora, le balatedi ba hao, nkang dipane. Hosasane le bee mashala a hlenneng ka dipaneng, le tshele mokubetso hodimo wona, le le kapele ho Morena. Motho eo Morena a tla mo kgetha, ke yena ya halalelang. Ke kgale re le mameletse lona, bara ba Levi!” Moshe a re ho Kora: “Jwale mamelang, lona bara ba Levi. Na ke ntho e nyenyane hore ebe Modimo wa Iseraele o le arotse ho setjhaba sa Iseraele, hore a le atametse pela hae, hore le sebeletse ka Tenteng ya Morena? Le hore le eme kapele ho setjhaba, le se sebeletse? Le hore ebe o o atameditse pela hae, wena hammoho le bana beno, bara ba Levi? Na le wena o batla ho ba moprista? Ke ka hona wena le balatedi bohle ba hao le ikopantseng ho lwantsha Morena. Arone ke mang, haeka le a mo korotlela tjee?” Moshe a romela hore ho yo bitswa Datane le Abirame, bara ba Eliabe, empa bona ba re: “Ha re ka ke ra tla! Na ke ntho e nyenyane hore ebe o re ntshitse naheng e phallang lebese le mahe a dinotshi, ho tla re bolaela lehwatateng moo? Jwale o so ikentse mmusi wa rona? Ebile ha o a re fihlisa naheng e phallang lebese le mahe a dinotshi. Ha wa re nea lefa la naha le masimo a morara. Na o tla foufaletsa banna baa nnete ya ditaba? Rona ha re ka ke ra nyolohela ho wena mono!” Moshe a halefa haholo, mme a re ho Morena: “O se ke wa natsa nyehelo ya bona. Ha ke a nka leha e le tonki ho bona, leha e le ho etsa e mong wa bona hampe.” Yaba Moshe o re ho Kora: “Hosasane wena, le balatedi ba hao, le Arone, le be kapele ho Morena. Monna e mong le e mong a nke pane ya hae, a tshele mokubetso ka ho yona, a nto e tlisa kapele ho Morena, e be dipane tse makgolo a mabedi le mashome a mahlano. Le wena le Arone le tlise dipane tsa lona.” Monna e mong le e mong a nka pane ya hae, a bea mashala a hlenneng hodima yona, a nto tshela mokubetso hodima wona. Yaba ba ema monyakong wa Tente ya Morena ba ena le Moshe le Arone. Yare hoba Kora a kgobokanye balatedi ba hae bohle monyakong wa Tente ya Morena, tlotla ya Morena ya iponahatsa ho setjhaba sohle. Morena a bua ho Moshe, le ho Arone, a re: “Ikarohanyeng le setjhaba sena le tswe hara sona, ke tle ke se timetse ka ho panya ha ntshi.” Yaba Moshe le Arone ba itihela fatshe ka difahleho, ba re: “Oho, Modimo, Modimo wa meya ya batho bohle, na o ka halefela setjhaba see sohle ka baka la sebe sa motho a le mong?” Morena a bua ho Moshe, a re: “Bolella setjhaba, o re: Tlohang diahelong tsa Kora, le tsa Datane, le tsa Abirame! ” Moshe a ema, a ya ho Datane le ho Abirame, mme baholo ba Iseraele ba ya le yena. Moshe a bua ho setjhaba, a re: “Ke a le rapela, tlohang ditenteng tsa banna bana ba kgopo, le se ke la ama letho leo e leng la bona, esere la timetswa ke sebe sa bona.” Setjhaba sa tloha diahelong tsa Kora, le tsa Datane, le tsa Abirame, ka mahlakoreng wohle. Bo-Datane le Abirame, le basadi ba bona, le bara ba bona, le bana ba bona, ba tswa, ba ema menyakong ya ditente tsa bona. Moshe a re: “Le tla tseba ke hona hore Morena o nthomile ho tla etsa mesebetsi ena yohle, le hore hase mesebetsi ya ka. Haeba banna bana ba eshwa lefu la Modimo, mme ba eshwa lefu le tshwanang le la batho bohle, e tla ba ha ke a rongwa ke Morena. Empa haeba Morena a etsa ntho e ntjha, mme lefatshe le ahlama, le ba kwenya hammoho le dintho tsohle tsa bona, mme ba theohela Nqalong ya Bafu ba ntse ba phela, ka hona le tla tseba hore banna bao ba nyedisitse Morena.” Hoba a qete ho bua mantswe ana, lefatshe la ngamoha katlasa bona; lefatshe la ahlama, la ba kwenya, bona le matlo a bona, le balatedi ba bona, le thepa yohle ya bona. Ba theohela Nqalong ya Bafu ba ntse ba phela, le maruo wohle a bona. Lefatshe la ba pupetsa, ba timetswa, ba tloswa setjhabeng. Bana ba Iseraele bohle ba neng ba le moo ba baleha ha ba utlwa seboko sa bona, hobane ba ile ba re: “Lefatshe le se ke la re metsa!” Mollo wa theoha o etswa ho Morena, wa timetsa banna bana ba makgolo a mabedi le mashome a mahlano ba ileng ba nyehela ka mokubetso. Jwale Morena a bua ho Moshe, a re: “Bolella Eleasare, mora wa moprista Arone, hore a ntshe dipane kgabong ya mollo, mme a qhalle mollo oo hole, hobane dipane tsena di a halalela. Dipane tsa banna bao ba ileng ba sitelwa bophelo ba bona di thulellwe, ho etswe dipoleiti tse tla kwahela aletare, kaha ba ile ba nyehela ka tsona kapele ho Morena. Ka baka leo, di ile tsa halalela. Tsena e tla ba sesupo ho bana ba Iseraele.” Moprista Eleasare a nka dipane tse entsweng ka lethose, tseo e neng e le nyehelo ya ba tjhesitsweng, tsa thulellwa mmoho ho etsa sekwahelo sa aletare. Hona e tla ba kgopotso ho bana ba Iseraele, hore motho e mong osele eo e seng setloholo sa Arone, a se ke a atamela kapele, ho tjhesetsa Morena mokubetso, esere a ba jwaloka Kora le balatedi ba hae, jwalokaha Morena a ile a bua le Kora ka Moshe. Setjhaba sohle sa bana ba Iseraele sa korotlela Moshe le Arone, sa re: “Le bolaile batho ba Morena.” Ha setjhaba se bokane ho lwantsha Moshe le Arone, bo-Moshe le Arone ba kgutlela Tenteng ya Morena, mme leru la e kgurumetsa, tlotla ya Morena ya iponahatsa. Moshe le Arone ba fihla kapele ho Tente ya Morena. Morena a bua ho Moshe, a re: “Tlohang hara setjhaba sena, ke tla se timetsa ka ho panya ha ntshi!” Bona ba itihela fatshe ka difahleho. Jwale Moshe a re ho Arone: “Nka pane, hodima yona o bee mashala a hlenneng a tswang hodima aletare, mme o tshele mokubetso kahodima wona, o e ise kapele ho setjhaba, o se etsetse tefelo ya sebe.” Kgalefo ya Morena e ne e befetse setjhaba, mme sewa se se se se wetse hodimo. Arone a e nka jwalokaha Moshe a ne a mo laetse mme a mathela hara setjhaba, hobane sewa se ne se se se qalehile hara setjhaba. A tshela mokubetso paneng, mme a etsetsa setjhaba tefelo ya sebe. Jwale a ema pakeng tsa ba shweleng le ba phelang, yaba sewa se a kgaotsa. Ba ileng ba eshwa ke sewa sena ba ne ba le dikete tse leshome le metso e mene le makgolo a supileng, ho sa balwe ba shweleng ka taba ya Kora. Yaba Arone o kgutlela ho Moshe, monyakong wa Tente ya Morena. Sewa sona se ne se se se kgaoditse. Morena a bua ho Moshe, a re: “Bua le bana ba Iseraele, mme o nke molamu o le mong lapeng le leng le le leng la bo-ntata bona, le ho mahosana wohle a bona, ho ya ka malapa a bo-ntata bona. E be melamu e leshome le metso e mmedi, o ngole lebitso la monna e mong le e mong hodima molamu wa hae. Lebitso la Arone lona o le ngole hodima molamu wa Levi. Mookamedi e mong le e mong wa lelapa la bo-ntatae a be le molamu o le mong. Melamu ena o e bee ka Tenteng ya Morena, kapele ho areka ya selekane, e leng moo ke kopanang le wena teng. Monna eo ke tla kgetha molamu wa hae, molamu oo wa hae o tla fuputsa, o etse dithunthung. Kahoo ke tla fedisa ho korotla ha bana ba Iseraele, e le hore ba se ke ba o lwantsha.” Moshe a bua le bana ba Iseraele, mme mahosana wohle a bona a mo nea melamu ya wona; kgosana kanngwe molamu o le mong, ho ya ka malapa a bo-ntata bona. E ne e le melamu e leshome le metso e mmedi. Molamu wa Arone o ne o le teng kahara melamu ya bona. Moshe a bea melamu ena kapele ho Morena, ka Tenteng ya Morena e kentseng areka ya selekane. Hosasane ha Moshe a kena ka Tenteng ya Morena e kentseng areka ya selekane, molamu wa Arone, o bakeng sa ntlo ya Levi, wa fuputsa, wa etsa dithunthung, wa beha ditholwana tse butsitsweng, tse kang tsa sefate sa perekisi. Moshe a tlisa melamu yohle e tswang kapele ho Morena, a e bea kapele ho setjhaba sohle sa bana ba Iseraele, mme sa e tadima. Monna e mong le e mong a nka molamu wa hae. Morena a re ho Moshe: “Kgutlisetsa molamu wa Arone kapele ho matlapa a ngotsweng Molao, molamu oo o bolokwe e le kgopotso ya bokwenehi ba bana ba Iseraele, le ho fedisa ho nkorotlela ha bona, e le hore ba se ke ba eshwa.” Moshe a etsa jwalo. A etsa jwalokaha Morena a ne a mo laetse. Bana ba Iseraele ba bua, ba re ho Moshe: “Bonang re a shwa! Re fedile! Bohle re fedile! E mong le e mong ya atamelang, ya atamelang Tente ya Morena, o tla shwa! Na bohle re fela re tla shwa?” Morena a re ho Arone: “Wena le bara ba hao, le ba lelapa la ntatao, le tla ikarabella bakeng sa bokgopo bo ka silafatsang Sehalalelo. Wena le bara ba hao le tla jara bokgopo ba boprista ba lona. O tlise le bana beno, ba morabe wa Levi, e leng morabe wa bo-ntatao; o ba atametse pela hao, ba tle ba o thuse, ba o sebeletse kapele ho Tente ya Morena e kentseng areka ya selekane. Ba tla le hlokomela, ba hlokomele le Tente ya Morena yohle. Feela ba se ke ba atamela dijana tsa Sehalalelo, leha e le ho atamela aletare; e le hore ba se ke ba eshwa, le wena o se ke wa shwa. “Ba tla o thusa ho sebeletsa, ba hlokomele Tente ya Morena, tshebeletsong yohle ya yona. Ho se be e mong osele ya ka atamelang ho lona. Le tla hlokomela Sehalalelo, le hlokomele le aletare, hore kgalefo ya Morena e se hlole e wela bana ba Iseraele hodimo. Bona, ke ikgethetse bana beno, Balevi, hara bana ba Iseraele, e le mpho ya hao e neilweng Morena, hore ba sebeletse ka Tenteng ya Morena. Wena le bara ba hao le tla sebeletsa le baprista mesebetsing yohle ya aletare, le ho tsohle tse ka Sehalalelong se halalelang ka ho fetisisa. Ke o nea boprista e le mpho, empa e mong osele ya ka atamelang, a bolawe.” Morena a re ho Arone: “Bona, o tla hlokomela dinyehelo tsa ka; ke o neile dintho tsohle tse halalelang tsa bana ba Iseraele, e le seabo sa hao le sa bara ba hao. Hona ke taelo ya mehla yohle. “Dintho tsohle tsa tse halalelang ka ho fetisisa, tse sa angwang ke mollo, tsena e tla ba tsa hao. Nyehelo e nngwe le nngwe ya bona, e ka ba nyehelo e nngwe le e nngwe ya bona ya dijo, le nyehelo e nngwe le e nngwe ya bona e tlosang sebe, le nyehelo e nngwe le e nngwe e tlosang molato, tseo ba tla nnyehella ka tsona, e le dintho tse halalelang ka ho fetisisa, e tla ba tsa hao le tsa bara ba hao. Le di jelle sebakeng se halalelang ka ho fetisisa. Motho e mong le e mong e motona a ka di ja. Ho wena di a halalela. “Tsena e tla ba tsa hao: mpho ya bona ya nyehelo e phahamiswang, le nyehelo tsohle tse akgotswang tsa bana ba Iseraele. Ke o neile tsona, wena le bara ba hao, le baradi ba hao, e le molao wa mehla yohle. Bohle ba lelapa la hao ba hlwekileng ba tla di ja. “Ole e ntle ka ho fetisisa, le veine e monate ka ho fetisisa, le koro e ntle ka ho fetisisa e leng dilopotsiya tseo ba di abelang Morena, tsona ke o nea tsona. Ditholwana tsa dilopotsiya tse butswitseng tsa naha ya bona, tseo ba di tlisetsang Morena, e tla ba tsa hao. Bohle ba lelapa la hao ba hlwekileng ba tla di ja. “Tsohle tse abetsweng Morena e tla ba tsa hao. Letsibolo le leng le le leng la dibopuwa tsohle le nyehellwang Morena ke la hao; e ka ba la motho kapa la phoofolo. Leha ho le jwalo, letsibolo la motho o tla le lopolla, le letsibolo la phoofolo e sa hlwekang le lona o tla le lopolla. Tseo tse lokelang ho lopollwa o tla di lopolla ha di ena le kgwedi, ka silefera e etsang boima ba dikeramo tse mashome a mahlano a metso e mehlano tse lekantsweng ka tekanyo e sebediswang ka Sehalalelong. Digera tse mashome a mabedi ke dikeramo tse leshome le motso o le mong. “Empa ha e le letsibolo la kgomo, kapa letsibolo la nku, kapa letsibolo la podi, wona ha o ka ke wa a lopolla, a a halalela. Ka madi a wona o foke hodima aletare. Mafura a wona, wona o a tjhesetse hodima aletare, e le nyehelo ya setjheso e monko o monate, e amohelehang ho Morena. Nama ya matsibolo ana e tla ba ya hao, jwalokaha sefuba sa nyehelo e akgotswang, le jwalokaha serope sa yona sa letsoho le letona e le tsa hao. Dinyehelo tsohle tse phahamiswang tsa dintho tse halalelang, tseo bana ba Iseraele ba nyehellang Morena ka tsona, ke o neile tsona, wena le bara ba hao, le baradi ba hao. Ena ke taelo ya mehla yohle. Ke selekane sa letswai sa mehla yohle kapele ho Morena, ho wena le ho ditloholo tsa hao.” Yaba Morena o re ho Arone: “O se ke wa ba le lefa naheng ya bona, o se ke wa ba le seabo hara bona. Ke nna seabo sa hao, le lefa la hao hara bana ba Iseraele. “Bona mona, bana ba Balevi ke ba neile karolo e le nngwe ho tse leshome la tse bokeletsweng ke bana ba Iseraele e le lefa la bona. Ke moputso wa tshebeletso ya bona eo ba e etsang ka Tenteng ya Morena. Ho tloha jwale, bana ba Iseraele ba se hlole ba atamela Tente ya Morena, esere ba jara sebe, mme ba shwela moo. Empa Balevi ba tla sebeletsa ka Tenteng ya Morena, mme ba tla jara makgopo a bona. Ena e tla ba taelo ya mehla yohle melokong ya lona. Ha e le kahara bana ba Iseraele teng, ba ke ke ba eba le lefa. Karolo e le nngwe ho tse leshome, eo bana ba Iseraele ba nyehellang Morena ka yona, ke e neile Balevi e le lefa; ke ka baka leo ke itseng ho bona: ba ke ke ba eba le lefa hara bana ba Iseraele.” Morena a bua ho Moshe, a re: “Hape bolella Balevi, o re ho bona: Ha le nka karolo e le nngwe ho tse leshome ho bana ba Iseraele, eo ke le neang yona e le lefa le tswang ho bona, le etsetse Morena nyehelo ka karolo e le nngwe ho tse leshome, e tswang karolong eo. Nyehelo ya lona e tla nkwa e le e tswang ho lona, jwalokaha e ka ke koro e tswang seotlong, le jwalokaha e ka ke veine e tswang setlhotlelong. Le tla nyehella Morena ka nyehelo ya dikarolo tsohle tsa lona tse tswang ho tse leshome, tseo le di amohetseng di etswa ho bana ba Iseraele. Ho tsona le nee moprista, Arone, nyehelo ya Morena. Dimphong tsohle tsa lona tseo le di amohelang le ntshetse Morena nyehelo eo e leng ya hae. Hara tsohle tse ntle ka ho fetisisa, le tla mo nyehella ka karolo e halaleditsweng. “O re ho bona: Ha le nyehela ka karolo e ntle ka ho fetisisa, ena e tla ba seabo sa Balevi, jwalokaha e ka ke koro e tswang seotlong, le jwalokaha e ka ke veine e tswang setlhotlelong. Lona le ba malapa a lona le ka se jella dibakeng tsohle, hobane ke moputso wa lona wa tshebeletso ya lona ka Tenteng ya Morena. Ha le ka ke la jara sebe haeba le nyehetse ka karolo e ntle ka ho fetisisa. Le se ke la silafatsa dintho tse halalelang tsa bana ba Iseraele, esere la shwa. ” Morena a bua ho Moshe, le ho Arone, a re: “Ena ke taelo ya molao, eo Morena a e laetseng: Bua le bana ba Iseraele, o re ba o tlisetse sethole se sekgunwana, se se nang sepha, se esong ho panwe. O tla se nea moprista Eleasare, a se ntshetse kantle ho diahelo, se hlajwe moo a ntseng a bona. Moprista Eleasare o tla qopetsa monwana wa hae mading, a foke ka wona ka makgetlo a supileng kapele ho monyako wa Tente ya Morena. Sethole sena se tjheswe moo Eleasare a ntseng a bona. Letlalo la sona, le nama ya sona, le madi a mang a sona, le wona moswang wa sona, tsena di tla tjheswa. Jwale moprista a nke patsi ya sefate sa kedare, le lehlaku la hisopa, le kgwele e kgubedu, a di akgele mollong, moo sethole se ntseng se etjha teng. Jwale moprista a hlatswe diaparo tsa hae, mme a tole ka metsi; kamora moo a kgutlele diahelong. Moprista o tla dula a ntse a le sesila ho fihlela ka phirimana. Ya tjhesitseng sethole sena a hlatswe diaparo tsa hae ka metsi, a be a tole ka metsi. O tla dula a ntse a le sesila ho fihlela ka phirimana. “Monna ya hlwekileng o tla bokella molora wa sethole, a o qhalle kantle ho diahelo, sebakeng se hlwekileng. Molora oo o tla bolokelwa ho sebediswa ke setjhaba sa bana ba Iseraele, ha se lokisa metsi a ho itlhwekisa. Ke nyehelo e tlosang sebe. Ya ileng a bokella molora ona wa sethole, o tla hlatswa diaparo tsa hae, mme o tla dula a ntse a le sesila ho fihlela ka phirimana. Ona e tla ba molao wa mehla yohle ho bana ba Iseraele, le ho mojaki ya jakileng hara bona. “Mang kapa mang ya amang setopo sa motho ofe kapa ofe, o tla dula a le sesila ka matsatsi a supileng. O tla itlhwekisa ka metsi ao ka letsatsi la boraro le ka letsatsi la bosupa, mme jwale e tla ba o hlwekile. Mang kapa mang ya amang setopo, eba ha a itlhwekise, o silafatsa Tente ya Morena. Motho ya jwalo o tla kgaolwa setjhabeng sa Iseraele, hobane ha a a ka a tshelwa ka metsi a ho itlhwekisa. O tla ba sesila, mme sesila sa hae se tla sallana le yena. “Ona ke molao wa ha motho a shwella ka tenteng. Mang kapa mang ya kenang ka tenteng, kapa ya seng a le ka tenteng, o tla ba sesila ka matsatsi a supileng. Sejana se seng le se seng se sa kwahelwang, se na le sesila. “Mang kapa mang ya amang setopo sa motho ya bolailweng ka sabole kwana naheng, kapa setopo sa ya itjhweletseng feela, kapa lesapo la motho ya shweleng, kapa lebitla, o tla ba sesila ka matsatsi a supileng. “Motho eo ya sa hlwekang ba tla mo nkela molora wa nyehelo ya sehlabelo se tlosang sebe, ba o nyanyatse ka metsi a tswa kguwa sedibeng. Ba tla nka lehlaku la hisopa, ba le ine metsing, ebe monna ya hlwekileng o foka ka wona hodima tente, le hodima tsohle, le hodima bohle ba moo, le hodima monna eo ya ileng a ama lesapo kapa motho ya bolailweng, kapa setopo sa ya itjhweletseng feela, kapa lebitla. Ka letsatsi la boraro le la bosupa, monna eo ya hlwekileng o tla foka enwa ya sa hlwekang, mme a mo hlwekise ka letsatsi la bosupa. Monna enwa ya sesila jwale o tla hlatswa diaparo tsa hae, a tole ka metsi, mme ka phirimana o tla be a hlwekile. Haeba monna enwa ya sesila a sa itlhwekise, o tla kgaolwa setjhabeng, hobane o tla be a silafaditse Sehalalelo sa Morena. Ha a a ka a tshelwa ka metsi a ho itlhwekisa, mme o sesila. “Ona ke molao wa bona wa mehla yohle. Ya fokang ka metsi a ho itlhwekisa, o tla hlatswa diaparo tsa hae, mme ya amang metsi a tlhwekiso o tla ba sesila ho fihlela ka phirimana. Tsohle tseo motho enwa ya sesila a di amang, di tla ba sesila; le ya di amang o tla ba sesila ho fihlela ka phirimana.” Ka kgwedi ya pele setjhaba sohle sa bana ba Iseraele sa fihla lehwatateng la Sine, mme setjhaba sa emisa Kadeshe. Meriama a shwella hona moo, a ba a apelwa hona teng. Setjhaba se ne se hloka metsi, mme sa ikopanya ho lwantsha Moshe le Arone. Setjhaba sa lwantsha Moshe, sa bua, sa re: “Hoja le rona re hlile ra itjhwella ha bana babo rona ba eshwa kapele ho Morena! Ke hobaneng ha o tlisitse setjhaba see sa Morena lehwatateng lee, hore re tlo shwela teng, rona le diphoofolo tsa rona? Ke hobaneng ha o re ntshitse Egepeta, wa re tlisa sebakeng se sebe see? Ke sebaka se ke keng sa lengwa, ha se na difeiye, kapa morara, kapa dikgarenate; ebile ha ho na le metsi a ka nowang!” Bo-Moshe le Arone ba tloha setjhabeng, ba ya monyakong wa Tente ya Morena. Ba itihela fatshe ka difahleho, mme tlotla ya Morena ya iponahatsa ho bona. Morena a bua ho Moshe, a re: “Nka molamu ona, mme o bokanye setjhaba, wena le moholwane wa hao Arone. Moo se ntseng se bona, o laele lefika lena hore le kolle metsi. O tla etsa hore lefika le kolle metsi, setjhaba sohle, le diphoofolo tsa sona, se tle se nwe.” Moshe a nka molamu o neng o le kapele ho Morena, jwalokaha Morena a ne a mo laetse. Moshe le Arone ba bokanya setjhaba sohle kapele ho lefika, mme a re ho sona: “Mamelang jwale, mahlabaphiyo ting! Re le ntshetse metsi lefikeng lee?” Yaba Moshe o phahamisa letsoho la hae, mme ka molamu wa hae a otla lefika habedi. Metsi a phorosela a le mangata, mme setjhaba sa enwa, le diphoofolo tsa sona tsa enwa. Jwale Morena a re ho Moshe, le ho Arone: “Kahobane ha le a ka la dumela ho nkgalaletsa moo bana ba Iseraele ba ntseng ba bona, ka baka lena le ke ke la fihlisa setjhaba sena naheng eo ke se neileng yona.” Ana ke wona metsi a Meriba, moo bana ba Iseraele ba ileng ba lwantsha Morena, mme Morena a iponahatsa hore o a halalela. Moshe, a sa le Kadeshe, a romela maqosa ho kgosi ya Edomo, a re: “Ngwaneno, Iseraele, o re: O tseba ditsietsi tsohle tse ileng tsa re hlahela. Bo-ntata rona ba ne ba theohele Egepeta, mme ra phela teng nako e telele. Baegepeta ba ile ba re tuba, ba tuba le bo-ntata rona. Re ile ra ipiletsa ho Morena. Morena o ile a re utlwa, mme a romela lengeloi, a re ntsha Egepeta. “ Jwale re mona Kadeshe, e leng motseng o meeding ya naha ya hao. Re kopa hore o re dumelle re fete hara naha ya hao. Re ke ke ra tsamaya hara masimo, kapa hara dirapa tsa morara; re ke ke ra nwa le metsi a didiba. Re tla itsamaela feela mmileng o moholo wa kgosi; re ke ke ra thinyetsa ka ho le letona kapa ka ho le letshehadi, ho fihlela re etswa meeding ya hao. ” Edomo a re ho yena: “Le ke ke la feta hara naha ya ka, esere ka le futuhela ka sabole.” Bana ba Iseraele ba re ho yena: “Re tla itsamaela feela mmileng o moholo. Haeba re ka nwa metsi a hao, rona le diphoofolo tsa rona, re tla a lefa. Re ikopela ho feta ka tsela feela.” Edomo a re: “Le ke ke la feta!” Edomo a tswa motseng, a ba futuhela ka banna ba bangata, ka sekgahla se seholo. Ka mokgwa o jwalo, Edomo a hanela Iseraele ho feta hara naha ya hae, mme Iseraele a mo pota kathoko. Setjhaba sohle sa bana ba Iseraele sa tloha Kadeshe, sa fihla thabeng ya Hore. Morena a bua ho Moshe le ho Arone, ba le thabeng ya Hore, pela moedi wa naha ya Edomo, a re: “Arone o se a tla orosetswa setjhabeng sa habo, hobane a ke ke a fihla naheng eo ke e neileng bana ba Iseraele, kaha le ile la fetohela taelo ya ka ha le le metsing a Meriba. Nka Arone le mora wa hae Eleasare, o ba nyollele thabeng ya Hore. Ha o fihla teng o hlobodise Arone diaparo tsa hae, o di apese Eleasare, mora wa hae. Arone yena o tla oroswa, a shwelle hona moo.” Moshe a etsa jwalokaha Morena a ne a mo laetse. Moo setjhaba sohle se ntseng se bona, ba nyolohela thabeng ya Hore. Moshe a hlobodisa Arone diaparo tsa hae, a di apesa Eleasare, mora wa hae. Arone a shwella hona moo hodima thaba. Jwale Moshe le Eleasare ba theoha thabeng. Ha setjhaba sohle se bona hore Arone o shwele, malapa wohle a Iseraele a llela Arone ka matsatsi a mashome a mararo. Ha kgosi Arada wa Mokanana, ya neng a ahile Negebe, a utlwa hore Iseraele o ntse a etla ka tsela ya Atarime, a lwantsha Baiseraele, mme a hapa ba bang ba bona. Yaba Iseraele o a hlapanya, o re ho Morena: “Ruri haeba o ka mpha matla a ho hlola setjhaba sena, ke tla ripitla metse ya sona ho hang.” Morena a utlwa Iseraele, mme a mo fa matla a ho hlola Bakanana. Baiseraele ba ripitla Bakanana le metse ya bona ho hang. Yaba sebaka seo ba se rea lebitso la Horema. Ho tloha thabeng ya Hore ba tsamaya ka tsela e yang Lewatleng la Lehlaka, hore ba kekolohe naha ya Edomo. Setjhaba sa fellwa ke mamello tseleng. Setjhaba sa nyatsa Modimo le Moshe, sa re: “Ke hobaneng ha le re nyolotse Egepeta, hore re tlo shwela moo lehwatateng? Mona ha ho na dijo, ha ho na le metsi, re tenehile le ke dijo tsena tse mpe!” Yaba Morena o romela dinoha tse mahloko hara setjhaba, tsa loma batho, mme Baiseraele ba bangata ba eshwa. Setjhaba sa tla ho Moshe, sa re: “Re entse sebe, hobane re lwantshitse Morena, le wena re o lwantshitse. Ako rapele Morena hore a tlose dinoha tsena hara rona.” Moshe a rapella setjhaba. Morena a re ho Moshe: “Bopa noha e mahloko, o e fanyehe sefateng. E mong le e mong ya lomilweng, ha a e tadima o tla fola.” Moshe a bopa noha ka lethose, a e fanyeha sefateng. E ne e ye ere ha mang kapa mang ya lomilweng ke noha a tadima noha ena ya lethose, ebe o a fola. Bana ba Iseraele ba tswela pele leetong, mme ba ya hloma Obote. Ho tloha Obote ba ya hloma masuping a dithabeng tsa Abarime, lehwatateng le ka botjhabela ho Moabe. Ho tloha moo ba tswela pele leetong, ba ya hloma kgohlong ya Serede. Ho tloha moo ba tswela pele leetong, ba ya hloma ka nqane ho Arenone e lehwatateng le nametseng ho ya fihla moeding wa Baamore, hobane Arenone ke wona moedi wa Bamoabe le Baamore. Ke ka hona, Bukeng ya dintwa tsa Marena, ho thweng: “Wahebe e Sufa, le dikgohlwana tsa Arenone; le methipoloha ya dikgohlwana tse lelemellang diahelong tsa Are, tse sikang le moedi wa Moabe.” Ho tloha moo ba tswela pele leetong, ba ya Sedibeng. Ke sona sediba seo Morena a ileng a bua ho Moshe ka sona, a re: “Bokanya setjhaba kaofela, mme ke tla se fa metsi.” Ke ha Baiseraele ba bina pina, ba re: “Runyarunya, wena sediba; lona se bineleng! Sediba se tjhekilweng ke mahosana, sa habollwa ke marena a setjhaba, ka lere la kgosi le ka mare a marena.” Ho tloha Sedibeng ba ya Matana; ho tloha Matana ba ya Nahaleele, mme ho tloha Nahaleele ba ya Bamote; ho tloha Bamote ba ya kgohlong e naheng ya Moabe, kahodimo ho Pisega, e okametseng lehwatata. Jwale Baiseraele ba romela maqosa ho Sihone, kgosi ya Baamore, hore a re: “Re dumelle re fete hara naha ya hao. Re ke ke ra kgelohela masimong, kapa dirapeng tsa morara; re ke ke ra nwa le metsi a didiba; re tla itsamaela feela mmileng o moholo wa kgosi, ho fihlela re ba re tlola moedi wa hao.” Empa Sihone a se ke a dumella Baiseraele ho tshela moedi wa hae. A bokanya setjhaba sa hae kaofela, a tswa, a futuhela Baiseraele lehwatateng. A ya fihla Jahase, moo a ileng a lwana le Baiseraele teng. Baiseraele ba bolaya Sihone ka sabole, ba hapa naha ya hae, ho tloha Arenone ho ya fihla Jaboko, le ho ya fihla naheng ya bana ba Amone, hobane moedi wa bana ba Amone o ne o raletswe. Baiseraele ba hapa metse ena yohle, mme ba aha metseng yohle ya Baamone, e leng Heshebone le metsana e mathokong a yona. Heshebone e ne e le motsemoholo wa Sihone, kgosi ya Baamore. Ke yena Sihone ya neng a lwantshe kgosi ya pele ya Moabe, a hapa naha yohle ya kgosi eo ho ya fihla Arenone. Ke ka hona baroki ba reng: “Lona, tloong Heshebone! Ho hahwe motse wa Sihone, o tiye. “Mollo o qhomme Heshebone, kgabo ya tlola motseng wa Sihone, ya metsa Are-Moabe, le marena a dihlaba tsa Arenone. O madimabe hakaakang, wena Moabe! Le timetse lona, tjhaba sa Kemoshe! O tlohetse bara ba hae ho ba baphaphathehi, baradi ba hae ho ba batshwaruwa, batshwaruwa ba Sihone, kgosi ya Baamore. “Re ba timeditse ho hang, ho tloha Heshebone ho ya fihla Dibone, ra ba nanaola ho ya fihla Nofa, Kgabo ya laima ho ya fihla Medeba.” Ka mokgwa ona Baiseraele ba aha naheng ya Baamore. Moshe a romela dihlwela Jasere. Baiseraele ba hapa Jasere le metse e mathokong a yona, ba leleka Baamore ba neng ba ahile moo. Baiseraele ba thinya, ba nyoloha ka tsela e yang Bashane. Oge, kgosi ya Bashane, a tswa a ena le setjhaba sa hae sohle, a ba futuhela, mme a ba lwantsha Ederei. Morena a re ho Moshe: “O se ke wa mo tshaba, hobane yena, mmoho le setjhaba sa hae sohle, le naha ya hae, ke nehelane ka yena matsohong a hao. O tla mo etsa seo o neng o se etse Sihone, kgosi ya Baamore, ya neng a ahile Heshebone.” Ba bolaya Oge, le bara ba hae, le setjhaba sa hae sohle, ho fihlela ho se le ya mong ya setseng. Naha ya hae ya eba ya bona. Jwale bana ba Iseraele ba tswela pele leetong, ba ya hloma diphuleng tsa Moabe, pela Jorodane, mabapa le Jeriko. Balake, mora wa Sipore, a bona tsohle tseo Baiseraele ba di entseng ho Baamore. Bamoabe ba tshaba setjhaba seo haholo, hobane se ne se le sengata haholo. Bamoabe ba tshoha haholo ka baka la bana ba Iseraele. Bamoabe ba re ho baholo ba Midiane: “Letshwelehadi lena le tla qeta tsohle tse re potapotileng, jwalokaha pholo e fula jwang naheng.” Balake, mora wa Sipore, e ne e le yena kgosi ya Moabe ka nako eo. A romela maqosa naheng ya Baamone, ho ya bitsa Bileame, mora wa Beore, ya neng a le Petore e pela Noka a re: “Bona, setjhaba ke sena se tswang Egepeta, se pupeditse naha yohle; se ahile pela ka. Tloo hle, o nthohakele setjhaba sena, hobane se matla ho mpheta. Mohlomong nka tseba ho se hlola, ka se leleka naheng ena, hobane ke a tseba hore motho eo o mo hlohonolofatsang, o hlohonolofaditswe, mme eo o mo rohakang, o rohakehile.” Baholo ba Moabe le baholo ba Midiane ba tloha ba nkile tjhelete ya bonohe. Ba fihla ho Bileame, mme ba mo phetela molaetsa wa Balake. Yaba Bileame o re ho bona: “Robaletsang mona bosiung bona, mme ke tla le arabela ho ya kamoo Morena a tla bua le nna kateng.” Mahosana ana a Moabe a robaletsa ha Bileame. Modimo a fihla ho Bileame, a re: “Banna baa ba nang le wena ke bomang?” Bileame a re ho Modimo: “Balake, mora wa Sipore, kgosi ya Moabe, o nthomeletse molaetsa ona: Bona, setjhaba ke sena se tswang Egepeta se pupeditse naha; jwale tloo, mme o nthohakele sona, mohlomong nka tseba ho se hlola, ka se leleka. ” Modimo a re ho Bileame: “O se ke wa ya le banna bao. O se ke wa rohaka setjhaba seo, hobane se hlohonofaditswe.” Bileame a tsoha e sa le hoseng, a re ho mahosana a Balake: “Kgutlelang naheng ya habo lona, hobane Morena ha a ntumelle ho tsamaya le lona.” Mahosana a Moabe a tsamaya, a kgutlela ho Balake, a re: “Bileame o hanne ho tla le rona.” Balake a boela a romela mahosana a mang hape, a tumileng haholo ho feta a pele. Mahosana ao a fihla ho Bileame, mme a re ho yena: “Balake, mora wa Sipore, o buile tjena: Ho se be letho le ka o thibelang ho tla ho nna, ke a o kopa. Ke tla o tlotla haholo, mme ke tla etsa eng kapa eng eo o tla ntaela yona. Ka baka leo, tloo, ke a o rapela. Nthohakele setjhaba sena! ” Bileame a arabela bahlanka ba Balake, a re: “Leha Balake a ka mpha ntlo ya hae e tletse silefera le kgauta, nke ke ka tlola taelo ya Morena Modimo wa ka, ka ho etsa ntho e kgolo kapa e nyenyane. Jwale le lona ke a le rapela; robaletsang mona bosiung bona, hore ke tle ke tsebe seo Morena a ntaelang sona hape.” Modimo a fihla ho Bileame bosiu, mme a re ho yena: “Haeba banna bana ba tlilo o bitsa, ema, o tsamaye le bona. Feela wena o tla etsa seo ke tla o bolella sona.” Bileame a tsoha e sa le hoseng, a qhaneha tonki ya hae, a tsamaya le mahosana a Moabe. Kgalefo ya Morena ya tlokoma, hobane Bileame a ile a tsamaya. Lengeloi la Morena la mo thibela tseleng, a ntse a palame tonki ya hae, a ena le bahlanka ba hae ba babedi. Ha tonki e bona lengeloi la Morena le eme ka tseleng, le tshwere sabole ka letsohong la lona, tonki ya kgeloha tsela, ya hlahlathela. Empa Bileame a e shapa ho e kgutlisetsa tseleng. Lengeloi la Morena la ema ka tseleng e tshesanyane, e pakeng tsa dirapa tsa morara. Lerako le ne le le teng ka nqena le ka nqane. Tonki ya bona lengeloi la Morena, yaba e thula lerako, e peteletsa leoto la Bileame lerakong. Bileame a e shapa hape. Lengeloi la Morena la tswela pele, la ema mopatisaneng o moholo, hoo ho neng ho se sebaka sa ho thinyetsa ka ho le letona kapa ka ho le letshehadi. Ha tonki e bona lengeloi la Morena, ya botha Bileame a ntse a e palame. Kgalefo ya Bileame ya tlokoma, a e mamola ka molamu. Morena a etsa hore tonki e bue, mme ya re ho Bileame: “Ke o senyeditse eng, ha e le moo u ntjhapile hararo tjee?” Bileame a re ho tonki: “Ke hobane o bapala ka nna! Hoja ke ne ke tshwere sabole, hona jwale nka be ke se ke o bolaile.” Tonki ya re ho Bileame: “Na ha ke tonki ya hao, eo esaleng o e palama haesale o tswalwa, ho fihlela kajeno? Na ke nne ke o etse tjee?” Bileame a re: “Tjhe.” Jwale Morena a tutubolla mahlo a Bileame. A bona lengeloi la Morena le eme ka tseleng, le tshwere sabole ka letsoho; yaba o a inama, o itihela fatshe ka sefahleho. Lengeloi la Morena la re ho yena: “Ke hobaneng ha o shapile tonki ya hao ka makgetlo a mararo? Bona mona, ke tlile ho tla o thibela, hobane, tsela ya hao e isa timelong. Tonki e ile ya mpona, mme ka makgetlo a mararo ya nkwekwetla. Hojane ya se ke ya nkwekwetla, ruri hona jwale nka be ke se ke o bolaile, empa yona nka be ke e babaletse.” Bileame a re ho lengeloi la Morena: “Ke sitilwe, hobane ke ne ke sa tsebe hore o nthibetse tsela. Haeba o nkgalefetse nka mpa ka kgutla.” Lengeloi la Morena la re ho Bileame: “Tsamaya le banna bana, feela o yo bolela seo ke tla o bolella sona.” Bileame a tsamaya le mahosana a Balake. Ha Balake a utlwa hore Bileame o ntse a etla, a ya mo kgahlanyetsa motseng wa Moabe, o moeding wa Arenone, moo moedi o fellang teng. Balake a re ho Bileame: “Na ha ke a ka ka fela ka roma maqosa ho ya o bitsa? Ke hobaneng o sa kang wa tla ho nna? Na ruri ke sitwa ho o tlotla?” Bileame a re ho Balake: “Bona he, ke se ke le teng. Ke na le matla afe a ho bua letho? Ke tla bua feela seo Modimo a reng ke se bue.” Bileame a tsamaya le Balake, ba ya fihla Kiriate-Husote. Balake a etsa sehlabelo ka dipholo le ka dinku, a romela ditho tse ding tsa tsona ho Bileame le ho mahosana a neng a ena le yena. Ka la hosasane, Balake a tsamaya le Bileame, a mo isa Bamote-Baale, moo a ileng a bona karolo e nngwe ya setjhaba sa Iseraele. Bileame a re ho Balake: “Nkgahele dialetare tse supileng mona, mme o nnyehelle ka pohwana tse supileng, le ka dipheleu tse supileng.” Balake a etsa jwalokaha Bileame a mo kopile. Balake le Bileame ba nyehela ka pohwana le pheleu hodima aletare e nngwe le e nngwe. Jwale Bileame a re ho Balake: “Ema pela nyehelo ya hao ya setjheso, mme ke tla tsamaya, mohlomong Morena o tla tla nkgahlanyetsa. Eng kapa eng eo a mpontshang yona, ke tla o bolella yona.” Bileame a ikela a le inotshi hodima leralla le se nang letho. Modimo a kopana le Bileame, mme Bileame a re ho yena: “Ke hlophile dialetare tse supileng, mme hodima e nngwe le e nngwe ke nyehetse ka pohwana le ka pheleu.” Morena a bolella Bileame hore na a tle a reng, a nto re ho yena: “Kgutlela ho Balake mme o bue tjena.” Bileame a kgutlela ho Balake, mme a mo fumana a ntse a eme pela nyehelo ya hae ya setjheso, a ena le mahosana wohle a Moabe. Bileame a porofeta, a re: “Balake, kgosi ya Moabe, e tswang thabeng tsa botjhabela, o ntlisitse kwano ke etswa Arame. Tloo o nthohakele Jakobo! Tloo o halefele Baiseraele. Nka rohaka e mong jwang, ya sa rohakwang ke Modimo? Nka halefela jwang, eo Modimo a sa mo halefelang? E, ka mmona ke le qhoweng e hodima mafika, Ka mmona ke le hodima maralla. Sena ke setjhaba se ahileng se le inotshi, se ke keng sa balellwa hara tjhaba tse ding. Ke mang ya ka balang ditloholo tsa Jakobo? Ke mang ya ka balang karolo ya bone ya Baiseraele? A nke ke shwe lefu la ba lokileng! Pheletso ya ka e ke e tshwane le ya hae.” Balake a re ho Bileame: “O nkentse jwang? Ke o bitseditse hore o tlo rohaka dira tsa ka, empa jwale o bile o di hlohonolofaditse!” Bileame a mo arabela, a re: “Na ha ho jwalo? Ha ke a tshwanela ho bua seo Morena a itseng ke se bue?” Balake a re ho Bileame: “Ke a o rapela; a re ke re ye le wena sebakeng se seng hape, moo o tla bona dira tsa ka ha o le hona teng. Ha o ka ke wa di bona kaofela, empa o tla bona karolonyana ya tsona feela. O nthohakele tsona o le hona moo.” A mo isa tshimong ya Sofime, hodima qhowa ya Pisega. A haha dialetare tse supileng, mme hodima e nngwe le e nngwe a nyehela ka pohwana le pheleu. Bileame a re ho Balake: “Ema mona pela nyehelo ya hao ya setjheso. Ke tla kopana le Morena mose mane.” Morena a kopana le Bileame, a mmolella hore na a tle a reng, mme a re: “Kgutlela ho Balake, o bue tjena.” Bileame a fihla ho Balake, mme a mo fumana a ntse a eme pela nyehelo ya hae ya setjheso, a ena le mahosana wohle a Moabe. Balake a botsa Bileame, a re: “Morena o itseng?” Bileame a boela a porofeta, a re: “Tsoha Balake, o mamele! Ntshekehele tsebe, mora wa Sipore. Modimo hase motho hoo a ka buang leshano, hase mora wa motho hoo a ka inyatsang. Na seo a se bolelang a ke ke a se etsa? Na seo a se buileng a ke ke a se phetha? Bona, ke laetswe hore ke hlohonolofatse; o hlohonolofaditse, mme nke ke ka fetola. “Ho ho phoso eo a e boneng ho Jakobo, ha ho bokgopo boo a bo boneng ho Iseraele. Morena Modimo wa hae, o na le yena, ba a mo thoholetsa, ba re ke kgosi ya bona. Modimo ya ba ntshitseng Egepeta, o matla jwaloka nare. Ha ho boloi ho Jakobo, ha ho bonohe ho Iseraele. Ka nako ya teng ho tla thwe ho Jakobo le ho Iseraele: Modimo o sebeditse hakaakang! Bona, setjhaba se tla tlola jwaloka tauhadi, le yena o tla tlola jwaloka tauhadi. E ke ke ya qatjhama e eso je phoofolo, e enwa le madi a se bolailweng.” Balake a re ho Bileame: “O se ke wa se rohaka ho hang, kapa wa se hlohonolofatsa ho hang.” Bileame a arabela, a re: “Na ha ke a ka ka o bolella hore sohle seo Modimo a se bolelang ke tshwanela ho se etsa?” Balake a re ho Bileame: “Tloo, ke a o rapela: Ke tla o isa sebakeng se seng hape. Mohlomong ho tla thabisa Modimo hore o nthohakele sona ha o le moo.” Balake a isa Bileame qhoweng ya Peore, e okametseng lehwatata. Bileame a re ho Balake: “Nkgahele dialetare tse supileng mona, mme o nnyehelle ka dipohwana tse supileng, le ka dipheleu tse supileng.” Balake a etsa jwalokaha Bileame a mo kopile, mme a nyehela ka pohwana le ka pheleu hodima aletare e nngwe le e nngwe. Ha Bileame a bona hore ho thabisa Morena ho hlohonolofatsa Iseraele, ha a ka a hlola a ya batla tsa boloi jwaloka pele, empa a tadima lehwatateng. Ha a phahamisa mahlo, a bona Baiseraele ba hlomile ho ya ka meloko ya bona. Moya wa Modimo wa mo fihlela, mme a porofeta, a re: “Bileame, mora wa Beore, o porofeta tjena, ho porofeta monna ya mahlo a tjhatsi, ho porofeta monna ya utlwang lentswe la Modimo, ya bonang dipono tsa Ya Matla wohle, ya welang fatshe mahlo a hae a ntse a bona. “Ditente tsa hao, Jakobo, di kgahleha hakaakang! Diahelo tsa hao, Iseraele, di ntle hakaakang! “Di nametse hole jwaloka dikgohlo, jwaloka masimo mabopong a dinoka, jwaloka makgala a hlomilweng ke Morena, jwaloka fate tsa dikedare pela metsi! Metsi a phalla dinkgong tsa hao, peo ya hae e tla ba metsing a mangata, kgosi ya hae e tla ba kgolo ho feta Akake, mmuso wa hae o tla phahamiswa. “Modimo ya mo ntshitseng Egepeta, o matla jwaloka nare. O tla hlola ditjhaba, e leng dira tsa hae, a bjabjaretse masapo a tsona, a ba bolaye ka metsu ya diqha tsa hae. A borame, a qatjhame jwaloka tau, le jwaloka tauhadi. Ke mang ya tla mo tsosa? “Ya o hlohonolofatsang a hlohonolofatswe, ya o rohakang a rohakwe!” Balake a halefela Bileame haholo, mme a opa diatla tsa hae, a re ho Bileame: “Ke o bitseditse hore o tlo rohaka dira tsa ka, empa bona, o bile o di hlohonolofaditse ka makgetlo a mararo! Jwale he, balehela haeno. Ke ne ke hopotse hore ke tla o hlompha haholo, empa ke mona Morena o o timme hlompho eo.” Bileame a re ho Balake: “Na ha ke a ka ka bolella maqosa ao o neng o a romile, ka re: Leha Balake a ka mpha ntlo ya hae e tletse silefera le kgauta, nke ke ka tlola taelo ya Morena ka ho etsa ho lokileng kapa ho hobe, ke tla bua feela seo Morena a reng ke se bue? “Jwale bona, ke ya setjhabeng sa heso. A nke ke o hlokomedise seo setjhaba sa heso se tla se etsa setjhaba sa hao ka matsatsi a tlang.” Bileame a porofeta, a re: “Bileame, mora wa Beore, o porofeta tjena, monna ya mahlo a tjhatsi o a porofeta ho porofeta monna ya utlwang lentswe la Modimo, ya nang le tsebo ya Ya Hodimodimo; ya bonang dipono tsa Ya Matla wohle, ya welang fatshe mahlo a hae a ntse a bona. “Ke a mmona, empa e seng hona jwale, ke a mmoha, empa a se haufi le nna: Ho tla ropoha naledi e etswa ho Jakobo, ho phahame lere la puso le etswa ho Iseraele; le tla hlathaka bohle ba Moabe, le ripitle bana bohle ba Shete. O tla hapa Edomo, a e rue, Seire, sera sa hae, le yona o tla e rua. Iseraele o tla nne a matlafale, Jakobo o busa dira tsa hae, mme o timetsa masalla a motseng.” Bileame a tadima Baamaleke, mme a porofeta, a re: “Amaleke setjhaba sa pele hara ditjhaba, empa qetellong se tla timella ruri.” A tadima Bakene, mme a porofeta, a re: “Leaho la hao ke qhobosheane e thata, sehlaha sa hao se hahilwe hodima lefika; leha ho le jwalo, lona Bakene, le tla timetswa, Asure e tla le hapa, le be bathopuwa.” Bileame a porofeta hape, a re: “Jo! ke mang ya ka phelang ha Modimo a etsa tjee? Empa dikepe di tla tswa lebopong la Kitime, di siye Asure le Ebere e le lesupi, empa qetellong le tsona di tla timela.” Bileame a ema, a tsamaya, a kgutlela ha habo. Balake le yena a ikela ka tsela ya hae. Ha Baiseraele ba le Shitime, setjhaba sa qala ho etsa bootswa le baradi ba setjhaba sa Moabe. Baradi bana ba memela Baiseraele mahlabelong ao ba neng ba nyehella medimo eo ya bona ka wona. Setjhaba sa eja, sa kgumama kapele ho medimo eo ya bona. Baiseraele ba kgumamela Baale-Peore, mme kgalefo ya Modimo ya ba tlokomela. Morena a re ho Moshe: “Nka baetapele bohle ba setjhaba, o ba fanyehe kapele ho Morena, motsheare, tsatsi le itse nte! Kgalefo ya Morena e tlokomang e tle e faposwe Baiseraele.” Moshe a re ho baahlodi ba Iseraele: “E mong le e mong wa lona a bolaye banna ba habo, ba ileng ba sebeletsa Baale-Peore.” Bonang, monna e mong wa bana ba Iseraele a tlisa mosadi wa Momidiane ho bana babo, moo Moshe a ntseng a bona, le moo setjhaba sohle sa bana ba Iseraele se ntseng se bona, se ntse se lla se le monyakong wa Tente ya Morena. Ha Finiase, mora wa Eleasare, setloholo sa moprista Arone, a bona hona, a ema, a tloha hara phutheho eo. A nka lerumo ka letsoho la hae, a sala monna eo wa Moiseraele morao ho ya ka tenteng ya hae, a ba phehletsa ka lerumo bobedi ba bona, monna eo wa Moiseraele le mosadi eo. Sewa se neng se wetse bana ba Iseraele hodimo sa fela, empa se ne se se se bolaile batho ba dikete tse mashome a mabedi a metso e mene. Morena a bua ho Moshe, a re: “Finiase, mora wa Eleasare, setloholo sa moprista Arone, o fapositse kgalefo ya ka ho bana ba Iseraele, hobane ke yena feela hara bona ya mpoulelang jwalokaha ke boulela. Ke ka baka lena ha ke ne ke halefile ke sa kang ka timetsa bana ba Iseraele. Kahoo ba bolelle, o re: Ke etsa selekane sa ka sa kgotso le yena. Ho yena, le ho ditloholo tsa hae, selekane sena e tla ba sa boprista kamehla yohle, hobane o ile a boulella Modimo wa hae, a etsetsa bana ba Iseraele tefelo ya sebe. ” Lebitso la monna wa Moiseraele, ya ileng a bolawa mmoho le mosadi wa Momidiane, e ne e le Simeri, mora wa Salo, kgosana ya ntlo ya morabe wa Simeone. Lebitso la mosadi wa Momidiane, ya ileng a bolawa, e ne e le Kosebi, moradi wa Sure, kgosana ya ntlo e nngwe ya Moabe wa Bamidiane. Morena a bua ho Moshe, a re: “Futuhela Bamidiane, o ba timetse, ka baka la bolotsana boo ba ileng ba le etsetsa bona, ba le thetsa ka taba ya Peore; le ka baka la taba ya Kosebi, moradi wa kgosana ya Midiane, kgaitsedi ya bona e ileng ya bolawa ka baka la Peore, mohla letsatsi la sewa.” Kamora sewa sena, Morena a bua ho Moshe, le ho Eleasare, mora wa moprista Arone, a re: “Balang setjhaba sohle sa bana ba Iseraele, ka malapa abo bona, ho tloha ka ba nang le dilemo tse mashome a mabedi ho ya hodimo, bohle bao e ka bang bahlabani ba Iseraele.” Bo-Moshe le moprista Eleasare ba bua le setjhaba se le diphuleng tsa Moabe, pela Jorodane, mabapa le Jeriko, ba re: “Balang setjhaba sohle, ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho ya hodimo, jwalokaha Morena a laetse Moshe.” Bana ke bana ba Iseraele ba neng ba etswa naheng ya Egepeta: Rubene, letsibolo la Jakobo. Bara ba Rubene ke Hanoke, ya tswetseng morabe wa Hanoke; le Palo, ya tswetseng morabe wa Palo; le Heserone, ya tswetseng morabe wa Heserone; le Karimi, ya tswetseng morabe wa Karimi. Ana ke malapa a morabe wa Rubene, mme ba ileng ba balwa ya eba dikete tse mashome a mane le metso e meraro, le makgolo a supileng le mashome a mararo. Mora wa Palo e ne e le Eliabe. Bara ba Eliabe e ne e le Nemuele, le Datane, le Abirame. Datane le Abirame ke bona ba neng ba kgethilwe ke setjhaba, mme ke bona ba kileng ba lwantsha Moshe le Arone, ba ena le ba sehlopha sa Kora, ha bao ba ne ba fetohela Morena. Lefatshe le ile la ahlama, mme la ba kwenya mmoho le Kora, ha sehlopha seo se eshwa. Ke mohla mollo o timetsang batho ba makgolo a mabedi le mashome a mahlano. Hona ya eba sesupa ho setjhaba. Empa bara ba Kora bona ha ba a ka ba eshwa. Bara ba Simeone, ho ya ka malapa abo bona, ke Nemuele, ya tswetseng morabe wa Nemuele; le Jamine, ya tswetseng morabe wa Jamine; le Jakine, ya tswetseng morabe wa Jakine; le Sera, ya tswetseng morabe wa Sera; le Shaule, ya tswetseng morabe wa Shaule. Ana ke malapa a morabe wa Simeone. Palo ya bona e ne e le dikete tse mashome a mabedi le metso e mmedi le makgolo a mabedi. Bara ba Gade, ho ya ka malapa abo bona, ke Sefone, ya tswetseng morabe wa Sefone; le Hagi, ya tswetseng morabe wa Hagi; le Shuni, ya tswetseng morabe wa Shuni; le Oseni ya tswetseng morabe wa Oseni; le Eri, ya tswetseng morabe wa Eri; le Arode, ya tswetseng morabe wa Arode; le Arele, ya tswetseng morabe wa Arele. Ana ke malapa a morabe wa bara ba Gade, mme ho ya ka ba badilweng e ne e le dikete tse mashome a mane le makgolo a mahlano. Bara ba Juda ke Ere le Onane. Ere le Onane ba ile ba shwela naheng ya Kanana. Bara ba Juda, ho ya ka malapa abo bona, ke Shela, ya tswetseng morabe wa Shela; le Perese, ya tswetseng morabe wa Perese; le Sera, ya tswetseng morabe wa Sera. Bara ba Perese e ne e le Heserone, ya tswetseng morabe wa Heserone; le Hamule, ya tswetseng morabe wa Hamule. Ana ke malapa a morabe wa Juda, mme ho ya ka ba badilweng e ne e le dikete tse mahome a supileng le metso e tsheletseng le makgolo a mahlano. Bara ba Isakare, ho ya ka malapa abo bona, ke Tola, ya tswetseng morabe wa Tola; le Pua, ya tswetseng morabe wa Pua; le Jashube, ya tswetseng morabe wa Jashube; le Shimerone, ya tswetseng morabe wa Shimerone. Ana ke malapa a morabe wa Isakare, mme ho ya ka ba badilweng e ne e le dikete tse mashome a tsheletseng le metso e mene le makgolo a mararo. Bara ba Sebulone, ho ya ka malapa abo bona, ke Serede, ya tswetseng morabe wa Serede; le Elone, ya tswetseng morabe wa Elone; le Jahaleele, ya tswetseng morabe wa Jahaleele. Ana ke malapa a morabe wa Sebulone, mme ho ya ka ba badilweng e ne e le dikete tse mashome a tsheletseng le makgolo a mahlano. Bara ba Josefa, ho ya ka malapa abo bona, ke Manase le Efraime. Bara ba Manase ke Makiri, ya tswetseng morabe wa Makiri. Makiri ke yena ya tswetseng Gileade; ha Gileade e le yena ya tswetseng morabe wa Gileade. Bana ke bara ba Gileade: Iesere, ya tswetseng morabe wa Iesere; le Heleke, ya tswetseng morabe wa Heleke; le Asarele, ya tswetseng morabe wa Asarele; le Shekeme, ya tswetseng morabe wa Shekeme; le Shemida, ya tswetseng morabe wa Shemida; le Hefere, ya tswetseng morabe wa Hefere. Selofehade, mora wa Hefere, o ne a se na bara, empa a ena le baradi. Mabitso a baradi ba Selofehade e ne e le Mahela, le Nowa, le Hogela, le Mileka, le Tiresa. Ana ke malapa a Manase, mme ho ya ka ba badilweng e ne e le dikete tse mashome a mahlano le metso e mmedi le makgolo a supileng. Bana ke bara ba Efraime, ho ya ka malapa abo bona: ke Shutela, ya tswetseng morabe wa Shutela; le Bekere, ya tswetseng morabe wa Bekere; le Tahane, ya tswetseng morabe wa Tahane. Mora wa Shutela ke Erane, ya tswetseng morabe wa Erane. Ana ke malapa a bara ba Efraime, mme ho ya ka ba badilweng e ne e le dikete tse mashome a mararo le metso e mmedi le makgolo a mahlano. Bana ke bara ba Josefa, ho ya ka malapa abo bona. Bara ba Benjamine, ho ya ka malapa abo bona, ke Bela, ya tswetseng morabe wa Bela, le Ashebele, ya tswetseng morabe wa Ashebele, le Ahirame, ya tswetseng morabe wa Ahirame, le Shefufane, ya tswetseng morabe wa Shefufane, le Hufame, ya tswetseng morabe wa Hufame. Bara ba Bela e ne e le Arada le Naamane; Arada a tswala morabe wa Arada; Naamane a tswala morabe wa Naamane. Bana ke bona bara ba Benjamine, ho ya ka malapa abo bona, mme ho ya ka ba badilweng e ne e le dikete tse mashome a mane le metso e mehlano le makgolo a tsheletseng. Bara ba Dane, ho ya ka malapa abo bona, ke Shuhame, ya tswetseng morabe wa Shuhame. Bana ke bara ba Dane, ho ya ka malapa abo bona, mme ho ya ka ba badilweng ba malapa a morabe wa Shuhame e ne e le dikete tse mashome a tsheletseng le metso e mene le makgolo a mane. Bara ba Ashere, ho ya ka malapa abo bona, ke Jimena, ya tswetseng morabe wa Jimena, le Jishefi, ya tswetseng morabe wa Jishefi, le Beria, ya tswetseng morabe wa Beria. Bara ba Beria ke Hebere, ya tswetseng morabe wa Hebere, le Malekiele, ya tswetseng morabe wa Malekiele. Lebitso la moradi wa Ashere e ne e le Sera. Ana ke malapa a bara ba Ashere, mme ho ya ka ba badilweng e ne e le dikete tse mashome a mahlano le metso e meraro le makgolo a mane. Bara ba Nafthali, ho ya ka malapa abo bona, ke Jaheseele, ya tswetseng morabe wa Jaheseele, le Guni, ya tswetseng morabe wa Guni, le Jesere, ya tswetseng morabe wa Jesere, le Shileme, ya tswetseng morabe wa Shileme. Ana ke malapa a Nafthali; ho ya ka malapa abo bona, mme ho ya ka ba badilweng e ne e le dikete tse mashome a mane le metso e mehlano le makgolo a mane. Palo ya bana ba Iseraele ba badilweng e ne e le dikete tse makgolo a tsheletseng le motso o le mong le makgolo a supileng le mashome a mararo. Morena a bua ho Moshe, a re: “Naha ena ba tla e arolelwa e le lefa la bona, ho ya ka palo ya bona. Morabe o nang le batho ba bangata o o abele karolo e kgolo, mme o nang le batho ba mmalwana o o abele karolo e nyenyane ya naha. Morabe o mong le o mong o abelwe lefa ho ya ka palo ya ba badilweng. Feela ba arolelwe naha ena ka lotho. Ba tla arolelwa naha ena ho ya ka mabitso a merabe ya bo-ntata bona. Lefa la morabe ka mong, le arolwe ka lotho, o mong le o mong o abelwe ho ya ka bongata kapa bonyenyane ba palo ya wona.” Bana ke Balevi ba ileng ba balwa ho ya ka malapa abo bona: Gereshone ya tswetseng morabe wa Gereshone; le Kohate, ya tswetseng morabe wa Kohate; le Merari, ya tswetseng morabe wa Merari. Ana ke malapa a Levi: Lelapa la Lebeni, le lelapa la Heborone, le lelapa la Mahadi, le lelapa la Mushi, le lelapa la Kora. Kohate a tswala Amorame. Lebitso la mosadi wa Amorame e ne e le Jokobeta, moradi wa Levi, eo mmae a ileng a mo tswalla Levi ha a le Egepeta. A tswalla Amorame Arone le Moshe, le kgaitsedi ya bona Meriama. Arone yena a tswala Nadabe, le Abihu, le Eleasare, le Itamare. Bo-Nadabe le Abihu ba eshwa ha ba ne ba nyehella Morena ka mollo o sa halaleleng. Banna bohle ba ileng ba balwa e ne e le dikete tse mashome a mabedi le metso e meraro, ho tloha ka ba nang le kgwedi ho ya hodimo. Balevi ba ne ba sa balellwa le bana ba Iseraele, hobane ba ne ba sa abelwa lefa hara bana ba Iseraele. Bana ke bona ba ileng ba balwa ke Moshe le moprista Eleasare e leng yena ya neng a bale bana ba Iseraele ha ba le diphuleng tsa Moabe, pela Jorodane, mabapa le Jeriko. Hara bona ho ne ho se le ya mong wa ba neng ba balwe ke Moshe le Arone ha ba bala bana ba Iseraele lehwatateng la Sinai. Morena o ne a ile a bolela hore ba tla shwela lehwatateng, mme ho se ke ha sala le ya mong, haese Kalebe, mora wa Jefune, le Joshua, mora wa Nune. Jwale ha atamela baradi ba Selofehade, mora wa Hefere, mora wa Gileade, mora wa Makiri, mora wa Manase, ba morabe wa Manase, mora wa Josefa. Ana ke mabitso a baradi bao: Mahela, le Nowa, le Hogela, le Mileka, le Tiresa. Ba ema kapele ho Moshe, le kapele ho moprista Eleasare, le kapele ho mahosana, le kapele ho setjhaba sohle, monyakong wa Tente ya Morena, mme ba re: “Ntata rona o ile a shwella lehwatateng. O ne a se sehlopheng sa ba neng ba ikopantse, ba lwantsha Morena, e leng ba sehlopha sa Kora. Empa o ile a shwa ka baka la sebe sa hae. O ne a se na bara. Ke hobaneng lebitso la ntata rona le ntshwang hara ba lelapa? Na ke hobane a se na mora? Re neeng lefa jwaloka bana babo ntata rona.” Moshe a bea taba ya bona kapele ho Morena. Morena a bua ho Moshe, a re: “Baradi ba Selofehade ba nepile. Ba nee lefa jwaloka bana babo ntata bona; etsa hore lefa la ntata bona e be la bona. “O bue ho bana ba Iseraele, o re: Ha monna a eshwa a se na mora, lefa la hae o tla le abela moradi wa hae. Haeba monna eo a se na moradi, lefa la hae o le abele bana babo. Haeba a se na bana babo, lefa la hae o le abele bana babo ntatae. Haeba ntatae a se na bana babo, lefa la hae o le abele mong ka yena, ya haufi le yena ka tswalano, hore a le je. Ona e tla ba molao wa toka ho bana ba Iseraele, jwalokaha Morena a laetse Moshe. ” Morena a re ho Moshe: “Hlwella thabeng ena ya Abarime, mme o tadime naha eo ke e neileng bana ba Iseraele. Kamora hoba o e bone, le wena o tla orosetswa setjhabeng sa heno, jwaloka moholwane wa hao Arone, hobane ha setjhaba se ne se belaela ka nna, bobedi ba lona le ile la mphetohela ha le le lehwatateng la Sine, la hana ho bonahatsa ho halalela ha ka ka metsi, moo setjhaba se ntseng se bona.” Metsi ana ke metsi a Meriba e Kadeshe, lehwatateng la Sine. Moshe a bua ho Morena, a re: “Morena Modimo wa meya yohle, le wa batho bohle, a ke a kgethele setjhaba sena monna, ya tla se etella pele, ya tla tswa le sona, ya tla kgutla le sona, e le hore setjhaba sa Morena se se ke sa ba jwaloka dinku tse hlokang modisa.” Morena a re ho Moshe: “Nka Joshua, mora wa Nune, monna ya nang le Moya wa ka, o mmee matsoho, o mo ise kapele ho moprista Eleasare, le kapele ho setjhaba sohle, o mo nee ditaelo moo se ntseng se bona. O mo abele a mang a matla a hao, e le hore setjhaba sohle sa bana ba Iseraele se tle se mo mamele. O tla ema kapele ho moprista Eleasare, yena a mmotsetse diqeto tsa Morena, ka ho sebedisa lejwe la Urime. Ka taelo ya Joshua bana bohle ba Iseraele ba tla tswa, mme ba tla kgutla ba ena le yena, le setjhaba sohle.” Moshe a etsa jwalokaha Morena a mo laetse. A tlisa Joshua kapele ho moprista Eleasare, le kapele ho setjhaba sohle, a mmea matsoho, a mo laya, jwalokaha Morena a boleletse Moshe. Morena a bua ho Moshe, a re: “Laela bana ba Iseraele, mme o re ho bona: Le hlokomele hore ka dinako tse beilweng le nketsetse nyehelo ya ka ya setjheso sa dijo, e le nyehelo e monko o monate, e amohelehang. ” “O re ho bona: Ena ke nyehelo ya setjheso, eo le tla nyehella Morena ka yona: dikonyana tse tona, tse nang le selemo, tse se nang sepha, di be pedi ka letsatsi le leng le le leng, e be nyehelo ya kamehla ya setjheso. O tla nyehela ka konyana e le nngwe hoseng, konyana ya bobedi o nyehele ka yona ka phirimana. Le kilo e le nngwe ya phofo e thumisehileng, e dubilweng ka lethara e le nngwe ya ole ya mohlwaare o tutsweng, e le nyehelo ya dijo. Sena ke sehlabelo sa kamehla sa setjheso, se ileng sa hlongwa thabeng ya Sinai, e le nyehelo ya setjheso, e monko o monate, e etsetswang Morena. Nyehelo ya seno e tsamayang le konyana ya pele e tla ba lethara e le nngwe ya veine e bohale, tseo o tla di qhatsetsa Morena ka Sehalalelong. Konyana ya bobedi o tla nyehela ka yona ka phirimana, o nyehele ka yona le ka nyehelo ya seno e tsamayang le yona, e le nyehelo ya setjheso e monko o monate, e amohelehang ho Morena. “ Ka letsatsi la Sabatha o tla nyehela ka dikonyana tse pedi tse tona, tse nang le selemo, tse se nang sepha, le ka dikilo tse pedi tsa phofo e thumisehileng, e dubilweng ka ole, le ka nyehelo ya seno e tsamayang le tsona. Ena ke nyehelo ya setjheso ya Sabatha se seng le se seng, e eketsang nyehelo ya kamehla ya setjheso, le nyehelo ya seno e tsamayang le yona. “ Ka letsatsi la pele la kgwedi e nngwe le e nngwe o tla nyehella Morena ka nyehelo ya setjheso, e be dipohwana tse pedi, le pheleu e le nngwe, le dikonyana tse tona tse supileng, tse se nang sepha. Le ka dikilo tse tharo tsa phofo e thumisehileng, e dubilweng ka ole, e le nyehelo e tsamayang le pohwana e nngwe le e nngwe; le ka dikilo tse pedi tsa phofo e thumisehileng, e dubilweng ka ole, e le nyehelo ya dijo e tsamayang le pheleu e nngwe le e nngwe. Le ka kilo e le nngwe ya phofo e thumisehileng, e dubilweng ka ole, bakeng sa konyana e nngwe le e nngwe e le nyehelo ya setjheso e monko o monate, e amohelehang ho Morena. Dinyehelo tsa dino tse tsamayang le tsona e tla ba dilethara tse pedi tsa veine bakeng sa pohwana e nngwe le e nngwe, le lethara e le nngwe le halofo bakeng sa pheleu e nngwe le e nngwe, le lethara e le nngwe bakeng sa konyana e nngwe le e nngwe. Ena ke nyehelo ya setjheso ya kgwedi e nngwe le e nngwe ya dikgwedi tsa selemo. Ho tla nyehellwa Morena ka phooko ya nyehelo e tlosang sebe, mme ho nyehelwa ka tsona e le tse eketsang nyehelo ya kamehla ya setjheso, le nyehelo ya seno e tsamayang le yona. “ Ka letsatsi la leshome le metso e mene la kgwedi ya pele ke Paseka ya Morena. Ka letsatsi la leshome le metso e mehlano la yona kgwedi ena ke mokete; ka matsatsi a supileng ho tla jewa bohobe bo sa lomoswang. Ka letsatsi la pele ho tla ba le phutheho e halalelang; le se ke la sebetsa mosebetsi ofe kapa ofe. Le tla etsa nyehelo ka mollo, e leng nyehelo ya setjheso e etsetswang Morena, e be dipohwana tse pedi, le pheleu e le nngwe, le dikonyana tse tona tse supileng, tse se nang sepha, tse nang le selemo. Nyehelo ya dijo e tsamayang le tsona e tla ba dikilo tse tharo tsa phofo e thumisehileng, e dubilweng ka ole, e le nyehelo e tsamayang le pohwana e nngwe le e nngwe; le dikilo tse pedi, e le nyehelo e tsamayang le pheleu. Nyehelo ya konyana e nngwe le e nngwe ya dikonyana tse supileng e tla ba kilo e le nngwe. O nyehele ka phooko e le nngwe ho iketsetsa tefelo ya sebe. Dinyehelo tsena e tla ba tse eketsang nyehelo ya kamehla ya setjheso. O tla etsa dinyehelo tse jwaloka tsena ka letsatsi le leng le le leng la matsatsi a supileng, e le dinyehelo tsa dijo, tse eketsang nyehelo ya kamehla ya setjheso, le nyehelo ya seno e tsamayang le yona. Ka letsatsi la bosupa ho tla ba le phutheho e halalelang, mme le se ke la sebetsa mosebetsi ofe kapa ofe. “ Ka letsatsi la dilopotsiya, ha le nyehella Morena ka nyehelo ya dijo tse ntjha, moketeng wa lona wa dibeke, ho tla ba le phutheho e halalelang, mme le se ke la sebetsa mosebetsi ofe kapa ofe. Le tla nyehela ka nyehelo ya setjheso, e monko o monate, e amohelehang ho Morena, e be dipohwana tse pedi, le pheleu e le nngwe, le dikonyana tse tona tse supileng, tse nang le selemo. Nyehelo ya dijo e tsamayang le tsona e tla ba phofo e thumisehileng, e dubilweng ka ole; e be dikilo tse tharo bakeng sa pheleu e le nngwe; le kilo e le nngwe bakeng sa konyana e nngwe le e nngwe ya dikonyana tsena tse supileng. Ka phooko e le nngwe o iketsetse tefelo ya sebe. Dinyehelo tsena e tla ba tse eketsang nyehelo ya kamehla ya setjheso, le nyehelo ya dijo e tsamayang le yona, mme o tla nyehela ka tsona, hammoho le nyehelo ya seno e tsamayang le tsona, di se na sepha. “ Ka letsatsi la pele la kgwedi ya bosupa, ho tla ba le phutheho e halalelang. Le se ke la sebetsa mosebetsi ofe kapa ofe. Ho lona e tla ba letsatsi la ho letsa terompeta. Le tla nyehela ka nyehelo ya setjheso, e monko o monate, e amohelehang ho Morena; e be pohwana e le nngwe, le pheleu e le nngwe, le dikonyana tse tona tse supileng, tse se nang sepha, tse nang le selemo. Nyehelo ya dijo e tsamayang le tsona e tla ba ya phofo e thumisehileng, e dubilweng ka ole; e be dikilo tse tharo bakeng sa pohwana, le dikilo tse pedi bakeng sa pheleu; le kilo e le nngwe bakeng sa konyana e nngwe le e nngwe ya dikonyana tse supileng. Le phooko e le nngwe ya nyehelo e tlosang sebe, ho o etsetsa tefelo ya sebe. Tsena ho tla nyehelwa ka tsona e le tse eketsang nyehelo ya setjheso ya ha kgwedi e thwasitse, mmoho le nyehelo ya dijo e tsamayang le yona; le e eketsang nyehelo ya kamehla ya setjheso, mmoho le nyehelo ya dijo e tsamayang le yona; le dinyehelo tsa dino tse tsamayang le tsona, ho ya ka taelo ya tsona, e le nyehelo ya mollo e monko o monate, e amohelehang ho Morena. “ Ka letsatsi la leshome la kgwedi ena ya bosupa, le tla ba le phutheho e halalelang, mme le itime dijo. Le se ke la sebetsa mosebetsi ofe kapa ofe. Le tla nyehella Morena ka nyehelo ya setjheso e monko o monate, e amohelehang ho Morena, e be pohwana e le nngwe, le pheleu e le nngwe, le dikonyana tse tona tse supileng, tse nang le selemo, tse se nang sepha. Nyehelo ya dijo e tsamayang le tsona e tla ba ya phofo e thumisehileng, e dubilweng ka ole; e be dikilo tse tharo bakeng sa pohwana, le dikilo tse pedi bakeng sa pheleu e le nngwe; le kilo e le nngwe bakeng sa konyana e nngwe le e nngwe ya dikonyana tse supileng. Le phooko e le nngwe ya nyehelo e tlosang sebe, e le e eketsang nyehelo ya tefelo e tlosang sebe, le nyehelo ya kamehla ya setjheso, le nyehelo ya dijo, le dinyehelo tsa dino tse tsamayang le yona. “ Ka letsatsi la leshome le metso e mehlano la kgwedi ya bosupa, le tla ba le phutheho e halalelang. Le se ke la sebetsa mosebetsi ofe kapa ofe, mme le etsetse Morena mokete ka matsatsi a supileng. Le tla nyehela ka nyehelo ya setjheso, ke ho re nyehelo ya mollo e monko o monate, e amohelelang ho Morena, e be dipohwana tse leshome le metso e meraro, le dipheleu tse pedi, le dikonyana tse tona tse leshome le metso e mene, tse nang le selemo, e be tse se nang sepha. Nyehelo ya dijo e tsamayang le tsona e tla ba phofo e thumisehileng, e dubilweng ka ole; e be dikilo tse tharo bakeng sa pohwana e nngwe le e nngwe ya dipohwana tse leshome le metso e meraro; le dikilo tse pedi bakeng sa pheleu e nngwe le e nngwe ya dipheleu tse pedi. Le kilo e le nngwe bakeng sa konyana e nngwe le e nngwe ya dikonyana tse leshome le metso e mene. Le phooko e le nngwe ya nyehelo e tlosang sebe, e be e eketsang neyehelo ya kamehla ya setjheso le nyehelo ya dijo, le nyehelo ya seno e tsamayang le yona. “ Ka letsatsi la bobedi le tla nyehela ka dipohwana tse leshome le metso e mmedi, le dipheleu tse pedi, le dikonyana tse tona tse leshome le metso e mene, tse nang le selemo, tse se nang sepha. Nyehelo ya dijo le dinyehelo tsa seno tse tsamayang le dipohwana, le dipheleu, le dikonyana, e tla lekana le palo ya tsona, ho ya ka taelo. Le phooko ya nyehelo e tlosang sebe, e eketsang nyehelo ya kamehla ya setjheso, le nyehelo ya dijo, le dinyehelo tsa dino tse tsamayang le yona. “ Ka letsatsi la boraro le tla nyehela ka dipohwana tse leshome le motso o mong, le dipheleu tse pedi, le dikonyana tse tona tse leshome le metso e mene, tse nang le selemo, tse se nang sepha. Nyehelo ya dijo le dinyehelo tsa seno tse tsamayang le dipohwana, le dipheleu, le dikonyana, e tla lekana le palo ya tsona, ho ya ka taelo. Le phooko e le nngwe ya nyehelo e tlosang sebe, e be e eketsang nyehelo ya kamehla ya setjheso, le nyehelo ya dijo, le nyehelo ya seno e tsamayang le yona. “ Ka letsatsi la bone le tla nyehela ka dipohwana tse leshome, le dipheleu tse pedi, le dikonyana tse tona tse leshome le metso e mene, tse nang le selemo, tse se nang sepha. Nyehelo ya dijo le dinyehelo tsa seno tse tsamayang le dipohwana, le dipheleu, le dikonyana, e tla lekana le palo ya tsona, ho ya ka taelo. Le phooko e le nngwe ya nyehelo e tlosang sebe, e be e eketsang nyehelo ya kamehla ya setjheso, le nyehelo ya dijo, le nyehelo ya seno e tsamayang le yona. “ Ka letsatsi la bohlano le tla nyehela ka dipohwana tse robong, le dipheleu tse pedi, le dikonyana tse tona tse leshome le metso e mene, tse nang le selemo, tse se nang sepha. Nyehelo ya dijo le dinyehelo tsa seno tse tsamayang le dipohwana, le dipheleu, le dikonyana, e tla lekana le palo ya tsona, ho ya ka taelo. Le phooko e le nngwe ya nyehelo e tlosang sebe, e be e eketsang nyehelo ya kamehla ya setjheso, le nyehelo ya dijo, le nyehelo ya seno e tsamayang le yona. “ Ka letsatsi la botshelela le tla nyehela ka dipohwana tse robedi, le dipheleu tse pedi, le dikonyana tse tona tse leshome le metso e mene, tse nang le selemo, tse se nang sepha. Nyehelo ya dijo le dinyehelo tsa seno tse tsamayang le dipohwana, le dipheleu, le dikonyana, e tla lekana le palo ya tsona, ho ya ka taelo. Le phooko e le nngwe ya nyehelo e tlosang sebe, e be e eketsang nyehelo ya kamehla ya setjheso, le nyehelo ya dijo, le nyehelo ya seno e tsamayang le yona. “ Ka letsatsi la bosupa le tla nyehela ka dipohwana tse supileng, le dipheleu tse pedi, le dikonyana tse tona tse leshome le metso e mene, tse nang le selemo, tse se nang sepha. Nyehelo ya dijo le dinyehelo tsa seno tse tsamayang le dipohwana, le dipheleu, le dikonyana, e tla lekana le palo ya tsona, ho ya ka taelo. Le phooko e le nngwe ya nyehelo e tlosang sebe, e be e eketsang nyehelo ya kamehla ya setjheso, le nyehelo ya dijo, le nyehelo ya seno e tsamayang le yona. “ Ka letsatsi la borobedi le tla ba le phutheho ya phomolo, mme le se ke la sebetsa mosebetsi ofe kapa ofe. Empa le tla nyehela ka nyehelo ya setjheso, ke ho re nyehelo ya mollo e monko o monate, e amohelehang ho Morena, e be pohwana e le nngwe, le pheleu e le nngwe, le dikonyana tse tona tse supileng, tse nang le selemo, tse se nang sepha. Nyehelo ya dijo, le dinyehelo tsa seno tse tsamayang le pohwana, le pheleu, le dikonyana, e tla lekana le palo ya tsona, ho ya ka taelo. Le phooko e le nngwe ya nyehelo e tlosang sebe, e be e eketsang nyehelo ya kamehla ya setjheso, le nyehelo ya dijo, le nyehelo ya seno e tsamayang le yona. “ Dinyehelo tsena le tla nyehella Morena ka tsona mohla mekete ya lona e beilweng, e le tse eketsang dikano tsa lona, le dinyehelo tsa lona tsa boithaopo, e leng dinyehelo tsa lona tsa setjheso, le tsa dijo, le tsa seno, le tsa teboho. ” Moshe a bolella bana ba Iseraele tsohle tseo Morena a mo laetseng tsona. Moshe a bua ho mahosana a bana ba Iseraele, a re: “Sena ke seo Morena a se laetseng: Ha motho a ikana kapele ho Morena, kapa a etsa tshepiso eo a e hlapanyetsang, a se ke a kwenehela seo a se buileng, a mpe a phethe tshepiso eo ya hae. “Ha mosetsana a ikana kapele ho Morena, mme a itlama a sa le lapeng habo, botjheng ba hae; eba ntatae o utlwa kano ya hae, kapa boitlamo ba hae, boo a itlamileng ka bona, feela ntatae a sa re letho ho yena, dikano tsohle tsa hae ha di na ho fetoha, le boitlamo bohle boo a itlamileng ka bona ha bo na ho fetoha. Empa haeba mohla ntatae a utlwang hona a ka mo hanela, dikano tsohle tsa hae, le boitlamo bohle ba hae di ke ke tsa mo tlama. Morena o tla mo tshwarela, hobane ntatae o mo hanetse. “Haeba mosetsana eo a nyalwa a ntse a le dikanong tsa hae, kapa a le boitlamong boo a bo entseng a ne a sa imamela hantle, mme monna wa hae a utlwa, feela a sa re letho ho yena mohla a utlwileng, kano eo ya hae e ke ke ya fetoha, le boitlamo boo a itlamileng ka bona bo ke ke ba fetoha. Empa mohla letsatsi leo monna wa hae a utlwang ka lona, mme eba o a mo hanela, e tla ba kano eo e nyopile, le boitlamo boo a bo entseng a ne a sa imamela bo nyopile, mme Morena o tla mo tshwarela. “Malebana le kano e entsweng ke mosadi wa mohlolohadi, kapa mosadi ya hladilweng, tsohle tseo a itlamileng ka tsona di tla mo tlama. “Haeba a entse kano, kapa a etsa boitlamo a sa le lapeng la monna wa hae, eba monna wa hae o a utlwa, feela a sa re letho ho yena, mme a sa mo hanele, dikano tsohle tsa hae di tla mo tlama, le boitlamo bohle boo a itlamileng ka bona bo tla mo tlama. Empa haeba monna wa hae a ile a di nyopisa mohla letsatsi leo a di utlwileng ka lona, tsohle tseo a di buileng ha a ikana, kapa ha a itlama, di tla nyopa, hobane monna wa hae o di nyopisitse, mme Morena o tla mo tshwarela. “Kano efe kapa efe, le boitlamo bofe kapa bofe ba ho itima ho hong, boo a bo hlapanyetsang, monna wa hae a ka bo tiisa, kapa a bo nyopisa. “Empa haeba matsatsi a feta ka ho hlahlamana, feela monna wa hae a sa re letho ho yena, e tla ba monna eo o tiisitse dikano tsohle le boitlamo bohle ba mosadi eo, boo a itlamileng ka bona. Tsena o di tiisitse, hobane ha a a ka a re letho ho mosadi, mohla letsatsi leo a neng a di utlwa ka lona. Empa haeba a ka di nyopisa ho se ho fetile nako a di utlwile, monna eo ke yena ya tla jara molato wa mosadi wa hae.” Ena ke yona melao eo Morena a e laetseng Moshe, e pakeng tsa monna le mosadi wa hae, le pakeng tsa ntata le moradi wa hae ya eso nyalwe, ya ntseng a le ka lapeng habo. Morena a bua ho Moshe, a re: “Phetetsa bana ba Iseraele ho Bamidiane; kamorao ho moo o tla orosetswa setjhabeng sa heno.” Yaba Moshe o bua ho setjhaba, o re: “Hlomellang bahlabani ba lona ba ye ntweng, ba futuhele Bamidiane ho phethahatswe boiphetetso ba Morena ho Bamidiane. Le tla ntsha banna ba sekete morabeng o mong le o mong wa merabe yohle ya Iseraele, hore ba ye ntweng.” Kahoo ha ntshwa dikete tsa Baiseraele, sekete morabeng o mong le o mong, mme ya eba leshome le metso e mmedi la dikete tsa ba hlomeletseng ntwa. Moshe a ba romela ntweng, e le sekete sa ba tswang morabeng o mong le o mong; bona le Finiase mora wa moprista Eleasare a ba romela ntweng, Finiase a nkile dijana tsa Sehalalelo le diterompeta tse hlabang mokgosi. Ba futuhela Bamidiane jwalokaha Morena a ne a laetse Moshe, mme ba bolaya bohle ba batona. Hara ba bolailweng, dikgosi tsa Bamidiane tse bolailweng e ne e le Efi, le Rekeme, le Sure, le Hure, le Reba, e leng dikgosi tse hlano tsa Bamidiane. Le Bileame, mora wa Beore, ba mmolaya ka sabole. Bana ba Iseraele ba hapa basadi ba Bamidiane le bana ba bona ba banyenyane; le dikgomo tsa bona tsohle le mehlape ya bona yohle, le thepa ya bona yohle ba e hapa. Le metse ya bona yohle eo ba ahileng ho yona, le diahelo tsa bona tsohle ba di tjhesa ka mollo. Ba nka thepa yohle, le kgapo yohle ya batho, le ya diphoofolo. Jwale ba tlisetsa Moshe, le moprista Eleasare, le setjhaba sohle sa bana ba Iseraele, bathopuwa, le kgapo, le thepa diahelong, diphuleng tsa Moabe, pela Jorodane, mabapa le Jeriko. Bo-Moshe le moprista Eleasare, le mahosana wohle a setjhaba, ba tswa ho kgahlanyetsa mabotho kathoko ho diahelo. Moshe a halefela baokamedi ba mabotho wohle, e leng balaodi ba ba dikete, le balaodi ba ba makgolo, ba neng ba etswa ntweng. Moshe a re ho bona: “Na le tlohetse basadi bohle hore ba phele? Bonang, ke bona ba entseng hore bana ba Iseraele, ka keletso ya Bileame, ba sitelwe Morena, ka taba yane ya Peore, mme sewa sa wela setjhaba sa Morena hodimo. Ka baka leo he, bolayang ngwana e mong le e mong e motona; le mosadi e mong le e mong ya kileng a robala le monna. Empa barwetsana bohle ba esong ho robale le monna le ipolokele bona. “Mang kapa mang ya bolaileng motho, le mang kapa mang ya amileng setopo, o tla dula kantle ho diahelo ka matsatsi a supileng. Ka letsatsi la boraro, le ka letsatsi la bosupa, lona, le bathopuwa ba lona, le tla itlhwekisa. Seaparo se seng le se seng, le ntho e nngwe le e nngwe e entsweng ka letlalo, le phahlo e nngwe le e nngwe e entsweng ka boya ba dipodi, le ntho e nngwe le nngwe e entsweng ka lehong, tsena tsohle le tla di hlwekisa.” Yaba moprista Eleasare o re ho bahlabani ba tswang ntweng: “Ena ke taelo ya molao, eo Morena a e laetseng Moshe: Kgauta, le silefera, le lethose, le tshepe, le lekapa, le loto; le ntho e nngwe le e nngwe e ke keng ya senngwa ke mollo, tsena tsohle le tla di tjhesa mollong, mme di tla hlweka; le be le di hlwekise ka metsi a tlhwekiso. Tsohle tse ke keng tsa tjheswa mollong le tla di kenya metsing. Ka letsatsi la bosupa le tla hlatswa diaparo tsa lona, mme le tla hlweka; kamorao ho moo le tla kena diahelong.” Morena a bua ho Moshe, a re: “Wena, le moprista Eleasare, le dihlooho tsa malapa a setjhaba, balang kgapo eo le e fumaneng, ya batho le ya diphoofolo. Le arole kgapo eo dikoto tse pedi, le e abele bahlabani ba tswang ntweng, le abele le setjhaba sohle. Bahlabani ba tswang ntweng ba ntshetse Morena seabo. Hodima bathopuwa ba makgolo a mahlano ba ntshe a le mong; le pholo e le nngwe, le tonki e le nngwe, le nku e le nngwe, hodima tse makgolo a mahlano. O di nke sekotong seo ba se abetsweng, o di nee moprista Eleasare, e be nyehelo e akgoletswang Morena. Sekotong se abetsweng bana ba Iseraele o tla nka motho a le mong hodima bathopuwa ba mashome a mahlano; le pholo e le nngwe, le tonki e le nngwe, le nku e le nngwe, hodima diphoofolo tsohle tse mashome a mahlano, mme o di nee Balevi ba sebeletsang ka Tenteng ya Morena.” Bo-Moshe le moprista Eleasare ba etsa kamoo Morena a neng a laetse Moshe kateng. Kgapo ya tse phelang, tse hapilweng, ho sa balwe thepa e nkilweng ke bahlabani, e ne e le dinku tse dikete tse makgolo a tsheletseng, le mashome a supileng a metso e mehlano; le dikgomo tse dikete tse mashome a supileng a metso e mmedi; le ditonki tse dikete tse mashome a tsheletseng a motso o mong; le batho ba dikete tse mashome a mararo a metso e mmedi, e le barwetsana ba esong ho robale le monna. Sekoto sa bobedi, seo e neng e le sa bahlabani, e ne e le dinku tse dikete tse makgolo a mararo le mashome a mararo a metso e supileng, le makgolo a mahlano. Seabo sa Morena e ne e le dinku tse makgolo a tsheletseng le mashome a supileng a metso e mehlano. Dikgomo e ne e le dikete tse mashome a mararo le metso e tsheletseng, mme ho tsona seabo sa Morena e le mashome a supileng a metso e mmedi. Ditonki e ne e le dikete tse mashome a mararo le makgolo a mahlano, mme ho tsona seabo sa Morena e le mashome a tsheletseng a motso o mong. Batho e ne e le dikete tse leshome le metso e tsheletseng, mme ho bona seabo sa Morena e le batho ba mashome a mararo a metso e mmedi. Moshe a nea moprista Eleasare seabo seo sa Morena, jwalokaha Morena e ne a laetse Moshe. Sekoto se abetsweng bana ba Iseraele, seo Moshe a ileng a se arola ho sa bahlabani ba tswang ntweng, e leng sekoto se abetsweng setjhaba, e ne e le dinku tse dikete tse makgolo a mararo le mashome a mararo a metso e supileng le makgolo a mahlano; le dikgomo tse dikete tse mashome a mararo a metso e tsheletseng; le ditonki tse dikete tse mashome a mararo le makgolo a mahlano; le batho ba dikete tse leshome le metso e tsheletseng. Sekotong se abetsweng bana ba Iseraele, Moshe a nka motho a le mong hodima ba mashome a mahlano, le phoofolo e le nngwe hodima tse mashome a mahlano, a di nea Balevi ba neng ba sebeletsa ka Tenteng ya Morena, jwalokaha Morena a ne a laetse Moshe. Jwale baokamedi ba mabotho wohle, e leng balaodi ba ba dikete, le balaodi ba ba makgolo, ba atamela ho Moshe, ba re ho yena: “Rona, bahlanka ba hao, re badile bahlabani ba taolong ya rona, mme ha ho le ya mong wa rona ya siyo. Re tlisitse dinyehelo tsa Morena, tseo e mong le e mong a di fumaneng, tsa dintho tse entsweng ka kgauta; dithotho tsa maqaqailana, le dipetja, le direng, le masale, le meqhalaphofo, ho tla iketsetsa tefelo ya sebe kapele ho Morena.” Bo-Moshe le moprista Eleasare ba amohela kgauta ya bona, e entseng mekgabiso eo yohle. Kgauta yohle ya nyehelo e akgotswang, eo ba nyehellang Morena, ka yona, e leng e tswang ho balaodi ba ba dikete, le ho balaodi ba ba makgolo, e ne e etsa boima ba dikilo tse ka bang makgolo a mabedi. Mohlabani e mong le e mong o ne a inketse kgapo. Bo-Moshe le moprista Eleasare ba amohela kgauta ya balaodi ba ba dikete, le ya balaodi ba ba makgolo, ba e kenya ka Tenteng ya Morena, e le hore bana ba Iseraele ba nne ba hopole Morena. Bara ba Rubene le bara ba Gade e ne e le barui ba mehlape e meholo ya dikgomo; ba lemoha hore naha ya Jarese le naha ya Gileade ke naha ya makgulo a matle a dikgomo. Bara ba Gade le bara ba Rubene ba fihla ho Moshe le ho moprista Eleasare, le ho baholo ba setjhaba, ba re: “Dinaha tsa Atarote, le Dibone, le Jarese, le Nimera, le Heshebone, le Elale, le Sebama, le Nebo, le Beone; tseo Morena a di hapileng ha setjhaba sa Iseraele se ntse se tswela pele, ke naha ya makgulo a dikgomo, mme rona, bahlanka ba hao, re na le dikgomo.” Yaba ba re: “Haeba o re hauhetse, re nee naha ena e be lefa la rona, o se ke wa re re tshele Jorodane.” Yaba Moshe o re ho bara ba Gade le ho bara ba Rubene: “Bana babo lona ba ile ntweng; lona le kgotsofalla ho dula moo? Le nyahamisetsang dipelo tsa bana ba Iseraele, hore ba se ke ba ya naheng eo Morena a ba neileng yona? Bo-ntata lona ba ne ba etse jwalo ha ke ba roma ke le Kadeshe-Barenea, ho ya bona naha. Ba ne ba nyolohe ho ya fihla Kgohlong ya Eshekole, mme ha ba bona naha eo, ba nyahamisa dipelo tsa bana ba Iseraele hore ba kene naheng eo Morena a ba neileng yona. Ka letsatsi leo kgalefo ya Morena ya tlokoma, mme a hlapanya, a re: Ruri, banna bohle bao ke ba nyolotseng Egepeta, ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho ya hodimo, ba ke ke ba bona naha eo ke neng ke e hlapanyetse Aborahama, le Isaka, le Jakobo, hobane ha ba a ntatela ka botshepehi. Ha ho le ya mong, haese Kalebe, mora wa Jefune, wa morabe wa Bakenase, le Joshua, mora wa Nune, hobane bona ba latetse Morena ka botshepehi. “Jwale kgalefo ya Morena ya tlokomela Iseraele, mme a ba lelerisa lehwatateng ka dilemo tse mashome a mane, ho fihlela ho fediswa moloko wohle o neng o etse bokgopo moo Morena a ntseng a bona. Bonang, le tshwana le bo-ntata lona, le bana ba baetsadibe, le ntse le eketsa kgalefo e tshabehang ya Morena hore e tlokele Iseraele. Ha le mo furalla, o tla boela a le lahla mona lehwatateng, mme le tla tlisetsa setjhaba sena sohle timelo.” Yaba ba a atamela, ba re: “Re lakatsa ho hahela mehlape ya rona masaka mona, le ho hahela bana ba rona metse, empa rona re tla hlomela, re etelle bana ba Iseraele pele, ho fihlela re ba fihlisa sebakeng sa bona, mme bana ba rona ba tla phela metseng ya diqhobosheane ka lebaka la baahi ba naha ena. Re ke ke ra kgutlela malapeng a rona ho fihlela bana ba Iseraele bohle ba fumana lefa la bona. Rona re ke ke ra arolelana lefa le bona mose ho Jorodane, le ho ya pele, hobane lefa la rona re le fumane ka kwano, ka botjhabelo ho Jorodane.” Moshe a re ho bona: “Haeba le ka etsa jwalokaha le bolela, la hlomella ntwa moo Morena a ntseng a bona, mme mohlabani e mong le e mong wa lona a tshela Jorodane, moo Morena a ntseng a mmona, ho fihlela a lelekile dira tsa hae kapele ho yena, naha eo e ineetse ho Morena, ebe kamorao ho moo le a kgutla, le tla hloka molato ho Morena, le ho Iseraele. Morena o tla le nea naha ena e be lefa la lona. “Empa ha le sa etse jwalo, e tla ba le sitetswe Morena, mme le ke ke la phema kotlo ya sebe sa lona. Hahelang bana ba lona metse, le hahe le masaka a dinku tsa lona, mme le etse seo le se tshepisitseng.” Yaba bara ba Gade le bara ba Rubene ba re ho Moshe: “Bahlanka ba hao ba tla etsa jwalokaha monga rona a re laela. Bana ba rona, le basadi ba rona, le mehlape ya rona, le makgomo wohle a rona, tsena di tla sala Gileade. Empa bahlanka ba hao ba tla tshelela mose, mohlabani e mong le e mong o tla hlomella ntwa moo Morena a ntseng a bona jwalokaha monga rona a boletse.” Malebana le taba ya bona jwale Moshe a laela moprista Eleasare, le Joshua, mora wa Nune, le dihlooho tsa malapa a merabe ya bana ba Iseraele, a re ho bona: “Haeba bara ba Gade le bara ba Rubene, ba ka tshela Jorodane le lona, ho ya lwana moo Morena a ntseng a ba bona, mme ka bahlabani bohle ba bona ba hlometseng, yaba le hapa naha, le tle le ba nee naha ya Gileade, e be lefa la bona. Empa haeba ba sa tshele le lona ba hlometse, ba tla abelwa lefa le lona naheng ya Kanana.” Yaba bara ba Gade le bara ba Rubene ba a araba, ba re: “Re tla etsa jwalokaha Morena a laetse bahlanka ba hae. Re tla tshela re hlometse, moo Morena a ntseng a bona, re ye naheng ya Kanana, mme lefa la rona le tla ba ka kwano ho Jorodane.” Jwale Moshe a nea bara ba Gade le bara ba Rubene, le karolo e nngwe ya morabe wa Manase, mora wa Josefa, naha ya Sihone, kgosi ya Baamore; le naha ya Oge, kgosi ya Bashane; a ba nea naha le metse e potapotileng naha eo. Bara ba Gade ba haha metse ya Dibone, le Atarote, le Arowere; le Atarote-Shofane, le Jasere, le Jogeboha; le Bete-Nimera, le Bete-Harame, e le metse ya diqhobosheane, le ya masaka a dinku. Bara ba Rubene bona ba haha metse ya Heshebone, le Elale, le Kiriataime; le Nebo, le Baale-Meone, le Sibema, mme ba fetola mabitso a metse eo a pele. Bara ba Makiri, mora wa Manase, ba futuhela Gileade, ba e hapa, mme ba leleka Baamore ba neng ba ahile moo. Moshe a nea Makiri, mora wa Manase, Gileade, mme a aha ho yona. Jaire, mora wa Manase, a futuhela metsana e moo, a e hapa, mme a e rea lebitso la Metse ya Jaire. Noba a futuhela Kenate le metsana e e potapotileng, mme a e hapa, a e reella ka yena, a re ke Noba. Ana ke maeto a bana ba Iseraele, ha ba ne ba falla naheng ya Egepeta ka mabotho a bona, ba le tsamaisong ya Moshe le Arone. Ka taelo ya Morena, Moshe a ngola mabitso a dibaka tseo ba neng ba ntse ba tloha ho tsona, ka ho latelana. Ana ke maeto ho ya ka dibaka tseo ba neng ba tloha ho tsona. Ka letsatsi la leshome le metso e mehlano la kgwedi ya pele, ba tloha Ramesese, ka letsatsi le hlahlamang la Paseka. Bana ba Iseraele ba tloha ka ditlatse tsa thabo, pontsheng ya Baegepeta bohle. Baegepeta ba ne ba ntse ba epela matsibolo a bona, ao Morena a neng a a bolaile. Morena a ba a otla le medimo ya bona. Bana ba Iseraele ba tloha Ramesese, ba ya hloma Sukote. Ha ba tloha Sukote, ba ya hloma Ethame, e leng meeding ya lehwatata. Ha ba tloha Ethame, ba kgutlela Pi-Hahirote, ka botjhabela ho Baale-Sefone, ba ya hloma pela Migedole. Ha ba tloha Pi-Hahirote, ba tshela lewatle, ba ya fihla lehwatateng; ba tsamaya leeto la matsatsi a mararo lehwatateng la Ethame, ba ya hloma Mara. Ha ba tloha Mara, ba ya fihla Elime, moo ho neng ho ena le didiba tse leshome le metso e mmedi, le difate tsa dipalema tse mashome a supileng, mme ba hloma teng. Ha ba tloha Elime, ba ya hloma pela Lewatle la Lehlaka. Ha ba tloha Lewatleng la Lehlaka, ba ya hloma lehwatateng la Sine. Ha ba tloha lehwatateng la Sine, ba ya hloma Dofeka. Ha ba tloha Dofeka, ba ya hloma Aloshe. Ha ba tloha Aloshe, ba ya hloma Refidime, moo ho neng ho se metsi ao setjhaba se neng se ka a nwa. Ha ba tloha Refidime, ba ya hloma lehwatateng la Sinai. Ha ba tloha lehwatateng la Sinai, ba ya hloma Mabitleng a Meharo. Ha ba tloha Mabitleng a Meharo, ba ya hloma Haserote. Ha ba tloha Haserote, ba ya hloma Ritema. Ha ba tloha Ritema, ba ya hloma Rimone-Perese. Ha ba tloha Rimone-Perese, ba ya hloma Lebena. Ha ba tloha Lebena, ba ya hloma Risa. Ha ba tloha Risa, ba ya hloma Kehelata. Ha ba tloha Kehelata, ba ya hloma thabeng ya Shefere. Ha ba tloha thabeng ya Shefere, ba ya hloma Harada. Ha ba tloha Harada, ba ya hloma Makelote. Ha ba tloha Makelote, ba ya hloma Tahate. Ha ba tloha Tahate, ba ya hloma Tara. Ha ba tloha Tara, ba ya hloma Miteka. Ha ba tloha Miteka, ba ya hloma Hashemona. Ha ba tloha Hashemona, ba ya hloma Moserote. Ha ba tloha Moserote, ba ya hloma Bene-Jaakane. Ha ba tloha Bene-Jaakane, ba ya hloma Hore-Gidegade. Ha ba tloha Hore-Gidegade, ba ya hloma Jotebata. Ha ba tloha Jotebata, ba ya hloma Aborona. Ha ba tloha Aborona, ba ya hloma Esione-Gebere. Ha ba tloha Esione-Gebere, ba ya hloma lehwatateng la Sine, ke ho re Kadeshe. Ha ba tloha Sine, ba ya hloma thabeng ya Hore, meeding ya naha ya Edomo. Ka letsatsi la pele la kgwedi ya bohlano, hoba bana ba Iseraele ba tswe naheng ya Egepeta, moprista Arone a nyolohela thabeng ya Hore ka taelo ya Morena, mme a shwella moo. Arone o ne a ena le dilemo tse lekgolo le mashome a mabedi a metso e meraro ha a shwella thabeng ya Hore. Yaba Mokanana, kgosi ya Arada, ya ahileng Negebe, naheng ya Kanana, o utlwela hore bana ba Iseraele ba a tla. Ha ba tloha thabeng ya Hore, ba ya hloma Salemona. Ha ba tloha Salemona, ba ya hloma Punone. Ha ba tloha Punone, ba ya hloma Obote. Ha ba tloha Obote, ba ya hloma masuping a dithaba tsa Abarime, e naheng ya Moabe. Ha ba tloha Ijime, ba ya hloma Dibone-Gade. Ha ba tloha Dibone-Gade, ba ya hloma Alemona-Debeletaima. Ha ba tloha Alemona-Debeletaima, ba ya hloma thabeng ya Abarime, pela Nebo. Ha ba tloha thabeng ya Abarime, ba ya hloma phuleng ya Moabe, pela Jorodane, mabapa le Jeriko. Ba ya hloma pela Jorodane, ho tloha Beke-Jeshimote, ho ya fihla Abele-Shitime, diphuleng tsa Moabe. Yaba Morena o bua ho Moshe a le diphuleng tsa Moabe, pele noka ya Jorodane, mabapa le Jeriko, o re: “Bua le bana ba Iseraele, o re ho bona: Ha le tshela Jorodane, le kena naheng ya Kanana, le tla leleka baahi ba naha eo kapele ho lona, le dihe difika tsa bona, le senye ditshwantsho tsa bona tse bopilweng, le fedise le dibaka tsohle tsa bona tsa borapedi. Naha eo e tla ba ya lona, mme le tla aha ho yona, hobane ke le neile yona hore e be ya lona. Naha eo e tla ba lefa la lona, mme le tla e arola ka lotho, ho ya ka malapa abo lona. Ba bangata o ba abele karolo e kgolo, ba mmalwana o ba abele karolo e nyenyane. Kamoo lotho le tla kgethela motho kateng, lefa le ajwe jwalo. Naha eo e tla ba ya lona ho ya ka merabe ya bo-ntata lona. “ Empa haeba le sa leleke baahi ba naha eo kapele ho lona, ho tla etsahala hore bao le ba tlohetseng ba be jwaloka metsu ka mahlong a lona, le meutlwa dikgopong tsa lona, ba le tshwenye naheng eo le ahileng ho yona. Lona ke tla le etsa seo ke neng ke hopotse ho ba etsa sona. ” Morena a bua ho Moshe, a re: “Laela bana ba Iseraele, mme o re ho bona: Ha le fihla naheng ya Kanana, ena ke yona naha eo e tla ba lefa la lona, yona naha ya Kanana ho ya ka meedi ya yona. “ Ka borwa moedi wa lona o tla tloha lehwatateng la Sine, o ikgohle ka moedi wa Edomo. O tla tloha ka botjhabela moo Lewatle la Letswai le fellang teng. Jwale o tla thinyetsa ka borwa ho moepa wa Lekgalo la Akarabime, o fete Sine, o yo fella ka borwa ho Kadeshe-Barenea; o lebe Hasara-Adare, mme o yo feta Asamone. Ho tloha Asamone moedi o tla thinyetsa molatswaneng wa Egepeta, o yo kgaotsa ka Lewatle. “ Ka bophirimela moedi wa lona e tla ba Lewatle le Leholo, le lebopo la lona. Ona e tla ba wona moedi wa lona ka bophirimela. “ Ka leboya moedi wa lona e tla ba ona: le tla o seha ho tloha Lewatleng le Leholo, ho ya fihla Thabeng ya Hore; ho tloha Thabeng ya Hore le tla o seha ho ya fihla lekgalong la Hamate, mme o yo fella Sedade. Ho tloha moo moedi o tla fetela Siferone, o yo fella Hasere-Enane. Ona e tla ba wona moedi wa lona ka leboya. “ Ka botjhabela le tla seha moedi wa lona ho tloha Hasere-Enane ho ya fihla Shefame. Moedi o tla theosa ho tloha Shefame ho ya fihla Ribela, ka botjhabela ho Aine; ebe o theosa o ikgohlile ka lebopo le ka botjhabela la letsha la Kinerete. Moedi o tla sika ka Jorodane, o be o yo fella Lewatleng la Letswai. “ Ena e tla ba yona naha ya lona le meedi e e potapotileng. ” Moshe a laela bana ba Iseraele, a re: “Ena ke yona naha eo le tla e arolelana ka lotho, hore e be lefa la lona; eo Morena a laetseng hore e newe merabe e robong, le karolo e nngwe ya morabe wa Manase. Morabe wa bana ba Rubene ho ya ka matlo a bo-ntata bona, le morabe wa bana ba Gade ho ya ka matlo a bo-ntata bona, le karolo e nngwe ya morabe wa Manase, bona ba se ba neilwe lefa la bona. Merabe ena e mmedi, le karolo ya morabe wa Manase, yona e se e neilwe lefa la yona ka kwano ho Jorodane, malebana le Jeriko, ka botjhabela.” Morena a bua ho Moshe, a re: “Ana ke mabitso a banna ba tla le arolela naha, hore e be lefa la lona: moprista Eleasare le Joshua, mora wa Nune. Morabeng o mong le o mong o tla nka kgosana e le nngwe ho arola naha, hore e be lefa. Ana ke mabitso a banna bao: “Morabeng wa Juda e be Kalebe, mora wa Jefune; morabeng wa bana ba Simeone e be Shemuele, mora wa Amihude; morabeng wa Benjamine e be Eledade, mora wa Kiselone; morabeng wa bana ba Dane e be kgosana Buki, mora wa Jogele. Ho bana ba Josefa: morabeng wa bana ba Manase e be kgosana Haniele, mora wa Efode. Morabeng wa bana ba Efraime e be kgosana Kemuele, mora wa Shifetane; morabeng wa bana ba Sebulone e be kgosana Elesafane, mora wa Paranake; morabeng wa bana ba Isakare e be kgosana Paletiele, mora wa Asane; morabeng wa bana ba Ashere e be kgosana Ahihude, mora wa Shelomi; morabeng wa bana ba Nafthali e be kgosana Pedahele, mora wa Amihude.” Bana ke bona banna bao Morena a ileng a ba laela hore ba arolele bana ba Iseraele lefa, naheng ya Kanana. Morena a bua ho Moshe, ha Moshe a ne a le diphuleng tsa Moabe, pela Jorodane, mabapa le Jeriko, a re: “Laela bana ba Iseraele hore lefeng la bona ba abele Balevi metse eo ba tla phela ho yona; le makgulo a potapotileng metse eo o a abele Balevi. “Metse ena ba tla aha ho yona, mme makgulo a e potapotileng e tla ba a dikgomo tsa bona, le a maruo wohle a bona, le a diphoofolo tsohle tsa bona. “Bonamo ba makgulo a potapotileng metse, ao o tla a abela Balevi, e be dimethara tse makgolo a mane le mashome a mahlano ho tloha marakong a motse, ho o potapota. “Kathoko ho motse bolelele ba moedi e be dimethara tse makgolo a robong ka lehlakoreng le ka botjhabela, le dimethara tse makgolo a robong ka lehlakoreng le ka borwa, le dimethara tse makgolo a robong ka lehlakoreng le ka bophirimela, le dimethara tse makgolo a robong ka lehlakoreng le ka leboya, motse o be hare. Ana e tla ba wona makgulo a metse ena. “Metse eo le tla e abela Balevi e tla ba metse e tsheletseng, eo ho tla tshabelwa ho yona, eo le e abelang ba bolaileng batho, hore ba balehele ho yona, mme kantle ho ena o tla ba abela metse e meng e mashome a mane a metso e mmedi. Metse yohle eo o tla e abela Balevi e be mashome a mane a metso e robedi kaofela ha yona; o ba nee yona le makgulo a yona. Ha e le metse ya lefa la bana ba Iseraele, eo o tla e abela Balevi, o tla nka e mengata ho ba leng bangata, o nke e mmalwana ho ba leng mmalwana. Morabe o mong le o mong o tla nea Balevi metse ya wona ho lekana lefa leo o le fumaneng.” Morena a bua ho Moshe, a re: “Bua ho bana ba Iseraele, o re ho bona: Ha le tshela Jorodane le fihla naheng ya Kanana, le tla ikgethela metse eo le tla tshabela ho yona; moo motho ya bolaileng motho e mong e se ka morero a tla tshabela teng. Metse ena e tla ba setshabelo sa lona ho mophetetsi, e le hore mmolai a tle a se ke a bolawa a eso hlahiswe kapele ho setjhaba hore a ahlolwe. Metse ena e tsheletseng, eo le tla e aba, e tla ba metse eo le tla tshabela ho yona. Le tla fana ka metse e meraro ka kwano ho Jorodane, ebe le fana ka metse e meraro naheng ya Kanana, mme e tla ba metse eo le tla tshabela ho yona. Metseng ena e tsheletseng ke moo ho tla tshabela bana ba Iseraele, le ba jakileng hara bona, le baditjhaba; ke hore e mong le e mong ya bolayang motho e se ka morero o tla tshabela teng. “ Empa haeba motho a batile motho e mong ka ntho e entsweng ka tshepe, eba motho eo o a shwa, eo ya mmatileng ke mmolai, mme mmolai enwa o tshwanetse ho bolawa. Ha a mmatile ka lejwe leo a le betsitseng, eba motho eo o a shwa, eo ya mmolaileng ke mmolai, mme mmolai enwa o tshwanetse ho bolawa. kapa haeba a mmatile ka molamu oo a o tshwereng, eba motho eo o a shwa, eo ya mmolaileng ke mmolai, mme mmolai enwa o tshwanetse ho bolawa. Mophetetsi wa madi a tsholotsweng o tla bolaya mmolai eo ka boyena. Ha a kopana le yena a mmolaye. “ Haeba a kgorohela motho ka baka la lehloyo feela, kapa a mmetsa ka ho hong, a mo laletse, eba eo o a shwa; kapa haeba a ka mo otla ka setebele ka baka la bora, mme eba eo o a shwa, eo ya mmolaileng ruri o tla bolawa, hobane ke mmolai. Mophetetsi wa madi a tsholotsweng o tla bolaya mmolai eo ha a kopana le yena. “ Empa haeba a kgorohela motho e se ka morero, kapa a mmetsa ka ho hong; kapa ere a sa mmonne a mmetsa ka lejwe le ka mmolayang, ebe eo o a shwa, feela e se sera sa hae, a bile a se na morero wa ho mo ntsha kotsi, phutheho e tla ahlola pakeng tsa mmolai le mophetetsi wa madi, ho ya ka melao ena. Phutheho e tla lokolla mmolai matsohong a mophetetsi wa madi a tsholotsweng, e mmusetse motseng oo ho tshabelwang ho wona, moo a neng a balehetse teng. Mmolai eo o tla dula motseng oo ho fihlela Moprista e Moholo, ya neng a tlotsitswe ka ole e halalelang, a eshwa. “ Empa haeba neng kapa neng mmolai a ka tswela kantle ho moedi wa motse oo a balehetseng ho wona, eba mophetetsi wa madi a tsholotsweng o mo fumana kantle ho moedi wa motse oo a tshabetseng ho wona, mme mophetetsi eo wa madi a tsholotsweng o a mmolaya, ha a na ho ba le molato wa ho tsholla madi, hobane mmolai o ne a tshwanetse ho dula motseng oo a tshabetseng ho wona ho fihlela Moprista e Moholo a eshwa. Kamora lefu la Moprista e Moholo ke hona mmolai a ka kgutlelang naheng ya habo. “ Tsena e tla ba molao wa kahlolo ho lona, le melokong ya lona, hohle moo le phelang teng. “ Ha e mong a ka bolaya motho, mmolai eo o tla bolawa ho ya ka bopaki ba dipaki, empa bopaki ba paki e le nngwe bo ke ke ba etsa hore motho a ahlolelwe lefu. “ Le se ke la amohela moputso o lopollang mmolai ya molato wa ho bolaya, hobane ruri o tshwanetse ho bolawa. “ Le se ke la amohela moputso o lopollang motho ya balehetseng motseng oo ho tshabelwang ho wona, hore a kgutlele naheng ya habo, pele Moprista e Moholo a eshwa. “ Kahoo le se ke la silafatsa naha eo le phelang ho yona, hobane madi a tshollwang a silafatsa naha. Naha e ke ke ya etsetswa tefelo ya madi a tsholletsweng ho yona, haese feela ka madi a ya tsholotseng madi ao. Le se ke la silafatsa naha eo le ahileng ho yona, eo le nna ke ahileng ho yona, hobane nna, Morena, ke phela hara bana ba Iseraele. ” Baholo ba malapa a bana ba Gileade, mora wa Makiri, mora wa Manase, ba malapa a bara ba Josefa, ba atamela, ba bua ba le kapele ho Moshe, le kapele ho mahosana ao e leng baholo ba malapa a bana ba Iseraele, ba re: “Morena o o laetse ho abela bana ba Iseraele naha ena ka lotho, e le lefa la bona. Morena a ba a o laela hore lefa la ngwanabo rona Selofehade, o le abele baradi ba hae. Haeba baradi bana ba ka nyalwa ke ba bang ba merabe e meng ya bana ba Iseraele, lefa la bona le tla ntshwa lefeng la bo-ntata rona, le yo eketsa lefa la morabe oo ba nyetsweng ho wona; kahoo le tla ntshwa lefeng leo re le abetsweng ka lotho. Ha bana ba Iseraele ba etsa mokete wa dilemo tse mashome a mahlano, lefa la bona le tla kenngwa lefeng la morabe oo ba nyetsweng ho wona; kahoo lefa la bona le tla ntshwa lefeng la morabe wa bo-ntata rona.” Moshe a laela bana ba Iseraele ho ya ka taelo ya Morena, a re: “Morabe wa bara ba Josefa o buile ka nepo. Sena ke seo Morena a se laetseng malebana le baradi ba Selofehade, a re: Ba ka inyallwa ke bao ba ba ratang, empa leha ho le jwalo ba nyalwe malapeng a morabe wa ntata bona. Lefa la bana ba Iseraele le ke ke la tloha morabeng o mong la ya ho o mong, hobane e mong le e mong wa bana ba Iseraele o tla kgomarela lefa la morabe wa bo-ntatae. Moradi e mong le e mong, eo e leng mojalefa morabeng ofe kapa ofe wa bana ba Iseraele, o tla nyalwa ke e mong wa lelapa la morabe wa ntatae, e le hore e mong le e mong wa bana ba Iseraele a nne a je lefa la bo-ntatae. Kahoo lefa la bana ba Iseraele le ke ke la tloha morabeng o mong la ya ho o mong, empa morabe o mong le o mong wa bana ba Iseraele o tla kgomarela lefa la bo-ntata wona. ” Baradi ba Selofehade ba etsa kamoo Morena a laetseng Moshe kateng. Bo-Mahela, le Tiresa, le Hogela, le Mileka, le Nowa, ba ile ba nyalwa ke bara ba bana ba bo-ntata bona. Baradi ba Selofehade ba ile ba nyalwa malapeng a bara ba Manase, mora wa Josefa, mme lefa la bona ya nna ya eba lefa la morabe wa lelapa la ntata bona. Ena ke melao le ditaelo tseo Modimo a neng a di laele bana ba Iseraele ka Moshe, ha ba le diphuleng tsa Moabe, pela Jorodane, mabapa le Jeriko. Ana ke mantswe ao Moshe a ileng a a bua ho Baiseraele bohle, a le ka kwano ho Jorodane, lehwatateng, phuleng e mabapa le Sufe, pakeng tsa Parane, le Tofele, le Labane, le Haserote, le Disahaba. Ho tloha Horebe ho ya Kadeshe-Barenea, ka tsela e tsamayang thabeng ya Seire, ke leeto la matsatsi a leshome le motso o mong. Ka letsatsi la pele la kgwedi ya leshome le motso o mong, selemong sa mashome a mane, Moshe a bua ho bana ba Iseraele, ho ya kamoo Morena a neng a mo laetse kateng mabapa le bona. Hoba a hlole Sihone, kgosi ya Baamore, ya neng a ahile Heshebone, le Oge, kgosi ya Bashane, ya neng a ahile Ashetarote, mane Ederei, ka kwano ho Jorodane, naheng ya Moabe, Moshe a qala ho phatlalatsa molao ona, a re: “Morena Modimo wa rona, o ile a bua ho rona a le Horebe, a re: Le dutse nako e telele thabeng ena. Tlohang mona, le tswele pele leetong la lona, le ye naheng e maralla ya Baamore, le dibakeng tse e potapotileng, phuleng, le maralleng, le dibakeng tse weleng, ka borwa, pela lebopo la lewatle, naheng ya Bakanana; le Lebanone, ho ya fihla nokeng e kgolo ya Euferatese. Bonang, ke le neile naha ena. Eyang, le inkele naha eo Morena a neng a e hlapanyetse bo-ntata lona; a e hlapanyetsa Aborahama, le Isaka, le Jakobo, hore o tla ba nea yona le ditloholo tsa bona. “Ka nako eo ke ile ka bua ho lona, ka re: Ke sitwa ho jara boikarabelo tabeng tsa lona ke le mong. Morena Modimo wa lona, o le ngatafaditse, mme bonang, kajeno le se le le bangata jwaloka dinaledi tsa lehodimo. Morena Modimo wa bo-ntata lona, a ke a le eketse hasekete, a le hlohonolofatse jwalokaha a ile a le tshepisa. Jwale nna, ke le mong, nka tseba jwang ho jara ditsietsi tsa lona, le mejaro ya lona, le diqabang tsa lona? Merabeng ya lona kgethang banna ba bohlale, ba nang le kutlwisiso, ba tumileng, mme ke tla ba etsa baokamedi ba lona. “Le ile la nkaraba, la re: Sena seo o reng se etswe se setle. “Kahoo, merabeng ya lona, ke ile ka nka banna ba bohlale, ba tumileng, bao e leng dihlooho, ka ba etsa baokamedi ba lona: balaodi ba ba dikete, le balaodi ba ba makgolo, le balaodi ba ba mashome a mahlano, le balaodi ba ba mashome, le bangodi ba merabe ya lona. Ka yona nako eo ka laela baahlodi ba lona, ka re: Mamelang dipelaelo tsa bana babo lona, mme le ahlole ka toka pakeng tsa motho le ngwanabo, le pakeng tsa hae le mojaki. Le se ke la ahlola batho ka leeme; le mamele ya eisehang le ya hlomphehang ka ho tshwana. Le se ke la tshaba sefahleho sa motho, hobane kahlolo ke ya Modimo. Taba e tla le thatafalla, le e fetisetse ho nna, mme ke tla e mamela. “Ka yona nako eo ka le laela dintho tsohle, tseo le tshwanetseng ho di etsa. “Jwalokaha Morena Modimo wa rona, a ne a re laetse, ra tswela pele leetong, ho tloha Horebe; ra feta hara lehwatata lane le leholo, le tshabehang, leo le ileng la le bona, tseleng e yang naheng e maralla ya Baamore, ra ya fihla Kadeshe-Barenea. Yaba ke re ho lona: Jwale le fihlile naheng e maralla ya Baamore, eo Morena Modimo wa rona, a re neang yona. Bonang, Morena Modimo wa lona, o le neile naha ena. Nyolohang le yo inkela yona, jwalokaha Morena Modimo wa bo-ntata lona, a buile ho lona. Le se ke la tshaba; le se ke la nyahama dipelo. “Bohle le ile la tla ho nna, la re: A re ke re romeng banna ba re etelle pele, e le hore ba ke ba yo re hlwella naha eo; ba boele ba tlo re tsebisa tsela eo re tshwanetseng ho tsamaya ka yona, le metse eo re tla fihla ho yona. “Hona ho ile ha nthabisa, mme ke ile ka nka banna ba leshome le metso e mmedi ho lona, monna a le mong morabeng o mong le o mong. Ba ile ba tsamaya, ba nyolohela naheng e maralla, ba fihla kgohlong ya Eshekole, mme ba e hlwela. Ba nka tse ding tsa ditholwana tsa naha eo, ba re tlisetsa tsona, mme ba re tsebisa, ba re: Naha eo Morena Modimo wa rona, a re neang yona, e ntle! “Empa lona le ile la hana ho nyoloha, la fetohela taelo ya Morena Modimo wa lona. Yaba le korotla le le ka ditenteng tsa lona, le re: Kahobane Morena a re hloile, o re ntshitse naheng ya Egepeta ho tla neelana ka rona matsohong a Baamore, hore ba re timetse. Ekaba re nyolohela kae? Bana babo rona ba re nyahamisitse dipelo, ba re: Baahi ba moo ke dinatla, mme ba balelele ho re feta. Metse ya bona e meholo, e na le diqhobosheane tse fihlang marung. Le Baanake re ile ra ba bona hona moo. “Yaba ke re ho lona: Le se ke la tshoha kapa la tshaba batho bao. Morena Modimo wa lona, ya le etellang pele, o tla le lwanela, jwalokaha a ile a le lwanela moo le ntseng le bona, ha le le Egepeta. Le lehwatateng, tseleng yohle eo le e tsamaileng, ho tla fihla sebakeng sena, le bone kamoo Morena Modimo wa lona, a ileng a le pepa kateng, jwalokaha monna a pepa mora wa hae. “Empa hodima tsena tsohle, ha le eso ka le tshepa Morena Modimo wa lona; e leng yena ya le etellang pele leetong, ho le batlela sebaka seo le tla hloma ho sona. Bosiu o le etella pele ka mollo, motsheare ka leru, ho le bontsha tsela eo le tla tsamaya ka yona. “Morena o ile a utlwa dipolelo tsa lona, a halefa, mme a ikana, a re: Ruri ha ho le ya mong wa banna bana ba moloko ona o kgopo, ya tla bona naha e ntle, eo ke ileng ka hlapanya hore ke tla e nea bo-ntata lona. Ke Kalebe feela, mora wa Jefune, ya tla e bona, mme yena le bara ba hae ke tla ba nea naha eo, eo yena a kileng a tsamaya hodima yona, hobane yena o latetse Morena ka ho tlala. “Le nna Morena o ile a nkgalefela ka baka la lona, a re: Le wena o ke ke wa kena naheng eo. Empa Joshua, mohlanka wa hao, mora wa Nune, ke yena ya tla kena naheng eo. Mo kgothatse, hobane ke yena ya tla etsa hore naha eo e be lefa la Iseraele. Masea a lona, ao le ileng la re e tla ba bathopuwa, le bana ba lona, bao kajeno ba esong ho tsebe botle kapa bobe, ba tla kena naheng eo. Ha e le bona ke tla ba nea yona, mme e tla ba ya bona. Empa ha e le lona, kgutlang, le boele lehwatateng ka tsela ya Lewatle la Lehlaka. “Lona le ile la araba, la re ho nna: Re sitetswe Morena. Re tla nyoloha, mme re lwane jwalokaha Morena Modimo wa rona, a re laetse. Monna e mong le e mong wa lona a hlomela, la re ke ntho e bobebe ho nyolohela naheng e maralla. “Empa Morena a re ho nna: Ere ho bona: Le se ke la nyoloha, mme le se ke la ya lwana, esere la hlolwa ke dira tsa lona, hobane ha ke yo hara lona. “Ke ile ka bua ho lona, empa ha le a ka la mamela. Le ile la fetohela taelo ya Morena, la ikakasa, mme la nyolohela naheng e maralla. Baamore ba ahileng naheng eo e maralla ba ile ba le futuhela jwaloka sekgakgatha sa dinotshi, ba le leleka, ba le etsa mofela, ho tloha Seire ho ya fihla Horema. Le ile la kgutla, la llela kapele ho Morena, empa Morena ha a a ka a le mamela, leha e le ho le sekehela tsebe. Ke kahoo le ileng la hlola matsatsi a mangata Kadeshe. “Jwale ra thinya, ra nka leeto le lebang lehwatateng, ra ya ka tsela ya Lewatle la Lehlaka, jwalokaha Morena a ne a buile ho nna. Ra qeta matsatsi a mangata re ntse re potoloha thaba ya Seire. “Morena a bua ho nna, a re: Le potolohile thaba ena halelele, ho lekane. Thinyetsang leboya. Laela setjhaba, o re: Le lekgatheng la ho feta meeding ya bana babo lona, bana ba Esau, ba ahileng Seire. Ba tla le tshoha; ka baka leo, itlhokomeleng. Le se ke la ba lwantsha. Nke ke ka le nea naha ya bona, leha e le ho ka lekanang bohato ba leoto feela, hobane thaba ya Seire ke e neile Esau hore e be ya hae. Dijo tseo le tla di ja le di reke ho bona ka tjhelete; le metsi ao le tla a nwa le a reke ho bona ka tjhelete. “Morena Modimo wa lona, o le hlohonolofaditse mesebetsing yohle eo le e etsang. O ile a le hlokomela leetong la lona hara lehwatata lena le leholo. Ka dilemo tsena tse mashome a mane, Morena Modimo wa lona, o bile le lona, mme ha le a ka la hloka letho. “Jwale ra feta ho bana babo rona, bana ba Esau, ba neng ba ahile Seire, ra ya ka tsela e tsamayang phuleng, e tswang Elate le Esione-Gebere. Ra thinya, mme ra nka tsela ya lehwatata la Moabe. “Yaba Morena o re ho nna: Le se ke la futuhela Moabe, le se ke la mo qholotsa hore a lwane. Nke ke ka le nea naha ya hae, hore e be ya lona, hobane Are ke e neile bana ba Lota hore e be ya bona. ” Ka nako ena e fetileng, Baemime ba ne ba ahile moo. E ne e le setjhaba se seholo, se sengata, sa banna ba balelele jwaloka Baanake. Le bona, jwaloka Baanake, ba ne ba bitswa Barefaime, empa Bamoabe ba ne ba ba bitsa Baemime. Ka nako e fetileng, Bahore le bona ba ne ba ahile Seire, empa bana ba Esau ba ba leleka, ba ba fiela kapele ho bona, mme bao ba aha naheng ya bona, jwalokaha Baiseraele ba entse naheng eo Morena a ba neileng yona. “Jwale emang, le tshele nokana ya Serede.” Yaba re tshela nokana ya Serede. “Dilemo tseo re di nkileng ho tloha Kadeshe-Barenea, ho fihlela re tshela nokana ya Serede, e bile mashome a mararo a metso e robedi. Bahlabani bohle ba moloko oo, ba ne ba se ba shwele, jwalokaha Morena a ne a ile a ba hlapanyetsa. Letsoho la Morena le ile la nna la ba lwantsha, mme la ba timetsa ba le diahelong tsa bona, ho fihlela ba fela. “Ha bahlabani bohle ba hara setjhaba ba se ba timetse, Morena a bua ho nna, a re: Kajeno le tla feta meeding ya Moabe, ka tsela ya Are. Ha le fihla haufi le bana ba Amone, le se ke la ba futuhela, le se ke la ba qholotsa hore ba lwane. Nke ke ka le nea naha ya Baamone, hobane ke e neile bana ba Lota hore e be ya bona. ” Naha ena e ne e bitswa ya Refaime, hobane ka nako e fetileng Barefaime ba ne ba ahile ho yona, empa Baamone bona ba ne ba ba ba bitsa Basamasume. Baamone e ne e le setjhaba se seholo, se sengata, sa batho ba balelele, jwaloka Baanake, empa Morena o ile a fiela Baanake kapele ho Baamone, mme Baamone ba nka naha ya bona, ba aha ho yona. Morena o ile a etsa jwalo le ho bana ba Esau, ba neng ba ahile Seire. O ile a fiela Bahore kapele ho bona, bana ba Esau ba ba leleka, mme ba aha naheng ya bona, ho fihlela kajeno-ya-bokajeno. Le Baafa ba neng ba ahile metsaneng e ilo fihla Gasa, ba ile ba timetswa ke Bakafatore ba neng ba etswa Kafatore, mme ba aha naheng ya bona. “Emang, le tswele pele leetong la lona, le tshele molatswana wa Arenone. Bonang, Sihone wa Moamore, kgosi ya Heshebone, yena le naha ya hae, ke neelane ka yena matsohong a lona. Mo futuheleng, naha ya hae e be ya lona. Ho tloha kajeno ke tla etsa hore ditjhaba tsohle tse katlasa lehodimo di be le letswalo, di le tshabe. Bohle ba tla thothomela, ba phakgasele kapele ho lona, ha ba utlwa lebitso la lona. “Ha ke le lehwatateng la Kedemote ka romela maqosa ho Sihone, kgosi ya Heshebone, ho isa molaetsa wa kgotso, ka re: Re dumelle re fete hara naha ya hao. Re tla itsamaela feela ka mmila o moholo; ha re na ho kgelohela ka letsohong le letona kapa ka ho le letshehadi. Dijo tseo re tla di ja, o tla re rekisetsa tsona ka tjhelete; le metsi ao re tla a nwa, o tla re rekisetsa wona ka tjhelete. Re ikopela ho feta ka tsela feela. Jwalokaha bana ba Esau ba ahileng Seire, le Bamoabe ba ahileng Are, ba ile ba re dumella ho feta, re dumelle re fete, re be re yo tshela Jorodane, re kene naheng eo Morena Modimo wa rona, a re neang yona. “Empa Sihone, kgosi ya Heshebone, a se ke a re dumella ho feta naheng ya hae, hobane Morena Modimo wa rona, o ne a ile a thatafatsa moya wa hae, a etsa hore pelo ya hae e be manganga, e le hore a tle a neelane ka yena matsohong a lona, jwalokaha ho etsahetse kajeno. “Yaba Morena o re ho nna: Bona, ke qadile ho neelana ka Sihone le naha ya hae ho lona; qalellang ho e hapa, e tle e be lefa la lona. “Sihone a tswa a ena le setjhaba sa hae sohle, a re futuhela, a re lwantshetsa pela Jahase. Morena Modimo wa rona, a neelana ka yena ho rona. Ra mo hlola hammoho le bara ba hae, le setjhaba sa hae sohle. Ka yona nako eo ra hapa metse ya hae yohle, mme motse o mong le o mong o nang le baahi ra o ripitla ho hang, ra bolaya banna, le basadi, le bana, ra se ke ra siya le ya mong. Ra inkela dikgomo feela, mmoho le kgapo ya metse eo re e hapileng. Ho tloha Arowere e pela kgohlo ya Arenone, le ho tloha motseng o kahara kgohlo eo, ho ya fihla Gileade, ha ho a ka ha eba le motse o ileng wa re hlola, hobane Morena Modimo wa rona, o ne a neelane ka yona yohle ho rona. Ke naheng ya Baamone feela, moo le sa kang la atamela teng; le sebakeng sohle se ka mahlakoreng a nokana ya Jaboko, le metseng e naheng e maralla, le hohlehohle moo Morena a ileng a re hanela ho ya teng. “Jwale ra thinya, ra nyoloha ka tsela e yang Bashane. Oge, kgosi ya Bashane, a tswa a ena le setjhaba sa hae sohle, a re futuhela, a re lwantshetsa pela Ederei. Morena a re ho nna: Le se ke la tshaba, hobane Oge, mmoho le setjhaba sa hae sohle, le naha ya hae, ke neelane ka yena matsohong a lona. O tla mo etsa seo o neng o se etse Sihone, kgosi ya Baamore, ya neng a ahile Heshebone. “Le yena Oge, kgosi ya Bashane, le setjhaba sa hae sohle, Morena Modimo wa rona, a neelana ka yena matsohong a rona, ra mo hlola ho fihlela ho se le ya mong ya setseng. Ka yona nako eo, ra hapa metse ya hae yohle, mme ha ho motse le o mong oo re sa kang ra o hapa ho bona. E ne e le metse e mashome a tsheletseng, seterekeng sohle sa Aregobe, mmusong wa Oge, naheng ya Bashane. Metse ena yohle e ne e sireleditswe ka marako a phahameng; e ena le dikgoro, le mekwallo, ntle ho metse e meng e mengata e neng e hloka marako. Ra e ripitla ho hang, jwalokaha re ile ra etsa ho Sihone, kgosi ya Heshebone, moo re ileng ra ripitla metse e nang le baahi, ra bolaya banna, le basadi, le bana. Empa diphoofolo tsohle, le kgapo ya motse, ra ikgapela tsona. “Ka yona nako eo ra hapa naha ya dikgosi tse pedi tsa Baamore, tse neng di le ka kwano ho Jorodane, ho tloha kgohlong ya Arenone, ho ya fihla thabeng ya Heremone. Basidone ba reile Heremone lebitso la Sireone, athe Baamore bona ba e reile lebitso la Senire. Ra hapa metse yohle e phuleng, le Gileade yohle, le Bashane yohle, ho ya fihla Saleka, le Ederei, e leng metse ya mmuso wa Oge, e naheng ya Bashane.” Ke Oge feela, kgosi ya Bashane, eo e leng lesalla la Barefaime. Lekese la hae la bafu e ne e le la tshepe, bolelele ba lona e le dimethara tse nne, bophara e le dimethara tse pedi, ho latela ho lekanya ho tlwaelehileng ha mehla eo. Lekese leo le sa le teng le kajeno motseng wa Baamone, wa Raba. “Ka nako eo re neng re hapa naha eo ka yona, ke ile ka abela ba morabe wa Rubene le wa Gade naha, ho tloha Arowere e pela kgohlo ya Arenone, le karolo ya thaba ya Gileade, le metse ya yona. Karolo e nngwe ya morabe wa Manase ka e abela karolo e setseng ya Gileade, le Bashane yohle, e leng mmuso wa Oge, setereke sohle sa Aregobe, mmoho le Bashane yohle, e leng naha e bitswang Refaime. Jaire, mora wa Manase, a nka setereke sohle sa Aregobe, ho ya fihla moeding wa Bageshure, le wa Bamaaka. Sebaka sena, esita le sa Bashane, a se reella ka yena, a re ke Metse ya Jaire, mme le kajeno-ya-bokajeno se sa ntse se bitswa jwalo. “Makiri yena ka mo abela Gileade. Ba morabe wa Rubene le wa Gade ka ba abela ho tloha Gileade, ho ya fihla kgohlong ya Arenone; ke hore bohareng ba kgohlo le moedi wa yona; le ho ya fihla nokaneng ya Jaboko, moeding wa bana ba Amone. Ka ba abela le phula, le Jorodane, mmoho le naha e mathokong a yona, ho tloha Kinerete, ho ya fihla lewatleng le phuleng, e leng Lewatle la Letswai, tlasa mosiko wa Pisega, ka botjhabela. “Ka yona nako eo, ke ile ka le laela, ka re: Morena Modimo wa lona, o le neile naha ena hore e be ya lona. Bahlabani bohle ba lona ba tla tshelela mose ba hlometse, ba eteletse bana babo lona, bana ba Iseraele, pele. Empa ha e le basadi ba lona, le bana ba lona, le diphoofolo tsa lona, ke a tseba hore le na le diphoofolo tse ngata, tsena di tla sala metseng eo ke le neileng yona. Ha Morena a se a ahisitse bana babo lona, jwaloka lona, mme le bona ba ena le naha eo Morena Modimo wa lona, a ba neileng yona kamose wane ho Jorodane, ke hona he, e mong le e mong a ka kgutlelang naheng eo ke le neileng yona. “Jwale ke ile ka laela Joshua ka yona nako eo, ka re: Ka mahlo a hao o ile wa bona tsohle tseo Morena Modimo wa hao a di entseng ho dikgosi tsena tse pedi; Morena o tla etsa jwalo ho mebuso yohle eo le tla feta ho yona. Le se ke la e tshaba, hobane Morena Modimo wa lona, ke yena ya le lwanelang. “Yaba ke rapela Morena ka yona nako eo, ke re: Oho, Morena Modimo, o qadile ho bontsha mohlanka wa hao boholo ba hao, le matla a hao. Ke modimo ofe lehodimong kapa lefatsheng, ya ka etsang mesebetsi e tshwanang le ya hao, le diketso tse matla, tse tshwanang le tsa hao? “ Ako ntumelle ke tshelele mose, ke bone naha e ntle, e kamose wane ho Jorodane, le naha ena e ntle ya maralla, le Lebanone. “Empa Morena o ile a nkgalefela ka baka la lona, mme ha a a ka a mmamela. Yaba Morena o re ho nna: Ho lekane! O se hlole o bua ho nna ka taba ena! Hlwella tlhorong ya Pisega, o akgele mahlo a hao ka bophirimela, le ka leboya, le ka borwa, le ka botjhabela, mme o bone ka mahlo a hao, hobane ha o ka ke wa tshela Jorodane ena. Empa laela Joshua, o mo matlafatse, o be o mo kgothatse, hobane yena o tla tshela a eteletse setjhaba sena pele, mme a etse hore naha eo o tla e bona e be ya sona. “Ra dula kgohlong e mabapa le Bete-Peore. “Jwale lona Baiseraele, mamelang melao le ditaelo tseo ke le rutang tsona, hore le di phethe, e le hore le tle le phele, le kene naheng eo Morena Modimo wa bo-ntata lona, a le neang yona hore e be ya lona. Le se ke la eketsa letho ho tseo ke le laelang tsona, kapa la fokotsa letho ho tsona, e le hore le tle le boloke melao ya Morena Modimo wa lona, eo ke le laelang yona. “Le bone ka mahlo a lona, seo Morena a ileng a se etsa tabeng ya Baale-Peore, hobane monna e mong le e mong ya ileng a latela Baale-Peore, Morena Modimo wa lona, o ile a mo timetsa. Empa lona ba ileng ba kgomarela Morena Modimo wa lona, le ntse le phela bohle, le kajeno-ya-bokajeno. “Bonang, ke le rutile melao le ditaelo, jwalokaha Morena Modimo wa lona, a ntaetse, e le hore le tle le etse jwalo naheng eo le yang ho yona, hore e be ya lona. Ka baka leo, e bolokeng, mme le e phethe, hobane hona ho tla bontsha bohlale ba lona, le kutlwisiso ya lona, mahlong a ditjhaba tse tla utlwa melao ena yohle, mme di re: Ruri setjhaba sena se seholo ke setjhaba se bohlale, se nang le kutlwisiso. “Ke setjhaba sefe se teng, se seholo, se nang le Modimo ya haufi le sona, jwaloka Morena Modimo wa rona, ya bang haufi le rona, kamehla ha re ipiletsa ho yena? Ke setjhaba sefe se teng, se seholo, se nang le melao, le ditaelo tse lokileng, jwaloka molao oo wohle, oo ke o hlahisang kapele ho lona kajeno? “Feela le itlhokomele, le be hlokolosi, esere la lebala dintho tseo le di bonang ka mahlo a lona, kapa tsa hlakoha dipelong tsa lona ka matsatsi wohle a bophelo ba lona. Empa lona le di tsebise bana ba lona, le ditloholo tsa lona. Mohla le neng le eme kapele ho Morena Modimo wa lona, Horebe, Morena a re ho nna: Nkgobokanyetse setjhaba, ke tle ke etse hore se mamele dipolelo tsa ka, e le hore se tle se ithute ho ntshaba ka matsatsi wohle a ho phela ha sona lefatsheng, le hore se tle se rute bana ba sona. “La na la atamela, la ema mosikong wa thaba, mme thaba ya etjha ke mollo, lelakabe la ya fihla hodimodimo; thaba ya aparelwa ke maru a matsho, le lefifi la bonkantjana. Morena a bua le lona a le kahara mollo. Le ile la utlwa modumo wa mantswe feela, empa la se ke la bona ya buang. Le ile la utlwa lentswe la hae feela. “O ile a le phatlalletsa selekane sa hae, seo a ileng a le laela ho se phetha; e leng Melao e leshome, eo a ileng a e ngola hodima matlapa a mabedi. Ka yona nako eo, Morena a ntaela hore ke le rute melao le ditaelo tseo, e le hore le tle le di phethe ha le fihla naheng eo le yang ho yona, hore e tle e be ya lona. “Ka baka leo, itlhokomeleng, hobane mohla Morena a buang ho lona a le kahara mollo, thabeng ya Horebe, ha le a ka la bona ya buang. Le se ke la itshilafatsa, la iketsetsa setshwantsho se betlilweng, se ka bang le sebopeho sefe kapa sefe, se tshwanang le monna kapa mosadi. E ka ba se tshwanang le phoofolo efe kapa efe e lefatsheng, kapa se tshwanang le nonyana efe kapa efe e fofang; kapa se tshwanang le eng kapa eng e hahabang hodima lefatshe; kapa se tshwanang le tlhapi efe kapa efe e metsing, katlase ho lefatshe. Esita leha le ka lelaletsa mahlo a lona lehodimong, la bona letsatsi, le kgwedi, le dinaledi, e leng mabotho wohle a lehodimo, le se ke la kgeloswa, la kgumama kapele ho tsona, la di sebeletsa. Tsena ke tseo Morena Modimo wa lona, a di abetseng ditjhaba tsohle tse katlasa lehodimo lohle. Empa lona Morena o le ntshitse seboping se qhibidisang tshepe, sa Egepeta, hore lona le be setjhaba seo e leng sa hae, jwalokaha ho le jwalo kajeno. “Ho feta mona, Morena o ile a nkgalefela ka baka la lona, mme a hlapanya hore nke ke ka tshela Jorodane, le hore nke ke ka kena naheng e ntle, eo Morena Modimo wa lona, a le neang yona, hore e be lefa. Nna ke tla shwela naheng ena, nke ke ka tshela Jorodane, empa lona le tla tshela, mme naha e ntle e be ya lona. Itlhokomeleng, esere la lebala selekane sa Morena Modimo wa lona, seo a se entseng le lona, yaba le iketsetsa setshwantsho se betlilweng, se nang le sebopeho sa ntho efe kapa efe, eo Morena Modimo wa lona, a le hanetseng yona. Morena Modimo wa lona, ke mollo o timetsang, ke Modimo ya boulelang. “Haekare ha le tswetse bana, le ena le ditloholo, le se le phetse ka nako e telele naheng ena, la itshilafatsa ka ho etsa setshwantsho se betlilweng, se ka bang le sebopeho sefe kapa sefe, mme la etsa hoo ho kgopo, moo Morena Modimo wa lona, a ntseng a bona, ho mo halefisa; lehodimo le lefatshe ke dipaki tsa hore ruri le tla timela hanghang, naheng eo le tshelang Jorodane le eya ho yona, hore e be ya lona. Le ke ke la phela halelele naheng eo; le tla timetswa ho hang. Morena o tla le qhalanya hara ditjhaba, mme palo ya lona e tla fokola hara ditjhaba tseo Morena a tla le isa ho tsona. Le tla sebeletsa medimo e bopilweng ka matsoho a motho; medimo ya lehong, le ya lejwe, e sa boneng, e sa utlweng, e sa jeng, e sa fofoneleng. Empa ha le le moo le tla batla Morena Modimo wa lona. Haeba le mmatla ka dipelo tsa lona tsohle, le ka moya wa lona wohle, le tla mo fumana. Matsatsing a qetello, ha le le matshwenyehong, mme dintho tsena di etsahala ho lona, le tla kgutlela ho Morena Modimo wa lona, mme le mamele lentswe la hae. Morena Modimo wa lona, ke Modimo ya mohau, a ke ke a le lahla, kapa a le timetsa, kapa a lebala selekane seo a se hlapanyeditseng bo-ntata lona. “Botsisisang tsa matsatsi a kgale, a bileng teng le eso be teng, ho tloha mohla letsatsi leo Modimo a neng a bope motho ka lona lefatsheng; le botse ho tloha pheletsong e nngwe ya lehodimo ho isa pheletsong e nngwe ya lehodimo: Na ntho e kgolo, e kang ee, e kile ya eba teng? Kapa na e kang yona e kile ya utluwa? Na setjhaba se teng se kileng sa utlwa lentswe la Modimo a bua a le kahara mollo, jwalokaha lona le le utlwile, sa nna sa phela? Kapa na ho teng modimo o mong o kileng wa leka ho inkela setjhaba, hara setjhaba se seng ka meleko, le ka dipontsho, le ka mehlolo, le ka ntwa, le ka matla, le ka letsoho le otlolohileng, le ka ditshoso tse kgolo, jwalokaha Morena Modimo wa lona, a ile a etsa ho lona, moo le ntseng le bona, ha le sa le Egepeta? “Le bontshitswe tsena hore le tsebe hore Morena ke yena Modimo, ha ho Modimo e mong kantle ho yena. O ile a etsa hore le utlwe lentswe la hae le etswa lehodimong, ho le ruta. Mona lefatsheng o ile a le bontsha mollo wa hae o moholo, mme le ile la utlwa dipolelo tsa hae di etswa kahara mollo. Ka baka la hobane o ne a rata bo-ntata lona, o ile a kgetha ditloholo tsa bona, mme ka matla a hae a maholo, o ile a le ntsha Egepeta ka boyena. Ditjhaba tse kgolo, tse matla ho le feta, o ile a di leleka kapele ho lona ho le tlisa naheng ya tsona, le ho le nea yona, e le lefa la lona, jwalokaha ho le jwalo ka letsatsi lena. “Ka baka leo he, ho tloha ka letsatsi lena tsebang, mme le se ke la lebala hore Morena ke yena Modimo ya hodimo, lehodimong, le ya lefatsheng, katlase ho lefatshe. Ha ho na Modimo e mong. Le tla boloka melao ya hae le ditaelo tsa hae, tseo ke le laelang tsona kajeno, e le hore lona, le bana ba lona, le tle le atlehe, mme le phele halelele naheng eo Morena Modimo wa lona, a le neang yona, hore e be ya lona kamehla yohle.” Moshe a kgetha metse e meraro, mose o ka kwano ho Jorodane, ka botjhabela; hore e be moo mmolai ya bolayang wa habo e se ka morero a tla tshabela teng, kaha mmolauwa e ne e se sera sa hae ka nako e fetileng, mme ka ho tshabela ho o mong wa metse ena, a tle a phele. Motse wa Besere, o lehwatateng, phuleng, e ne e le wa morabe wa Rubene; wa Rama, o Gileade, e le wa morabe wa Gade; wa Golane, o Bashane, e le wa morabe wa Manase. Ona ke wona molao oo Moshe a ileng a o bea kapele ho bana ba Iseraele. Tsena ke ditemoso, le melao, le ditaelo, tseo Moshe a ileng a di bolella bana ba Iseraele, ha ba ne ba etswa Egepeta. Ba ne ba le kgohlong e mose o ka kwano ho Jorodane, malebana le Bete-Peore, naheng ya Sihone, kgosi ya Baamore, ya neng a ahile Heshebone. Ke yena eo Moshe le bana ba Iseraele ba ileng ba mo hlola, ha ba ne ba etswa Egepeta. Ba ile ba hapa naha ya hae, le naha ya Oge, kgosi ya Bashane, e leng dikgosi tse pedi tsa Baamore, tse neng di ahile mose o kwano ho Jorodane, ka botjhabela. Ba hapa ho tloha Arowere, e lebopong la nokana ya Arenone, ho ya fihla thabeng ya Sione, e leng Heremone. Ba hapa le phula yohle e ka kwano ho Jorodane, ka botjhabela, ho ya fihla Lewatleng la Letswai, tlasa mesiko ya Pisega. Moshe a bitsa Baiseraele bohle, mme a re ho bona: “Lona Baiseraele, mamelang melao le ditaelo tseo ke le bolellang tsona kajeno, e le hore le tle le ithute tsona, le hore le tle le hlokomele ho di phetha. “Morena Modimo wa rona, o ile a etsa selekane le rona ha re le thabeng ya Horebe. Morena ha a a ka a etsa selekane sena le bo-ntata rona empa o se entse le rona; rona bohle ba ntseng ba phela kajeno. Morena o ile a bua le rona difahleho di tadimane, a le hodima thaba, a bua a le kahara mollo. Ka yona nako eo, ke ile ka ema pakeng tsa lona le Morena, ho le bolella dipolelo tsa Morena. Ka lebaka la mollo lona le ne le tshaba, mme ha le a ka la hlwella thabeng. “Yaba Morena o re: “ Ke nna Morena Modimo wa hao, ya o ntshitseng naheng ya Egepeta, moo o neng o le lekgoba teng. “ O se ke wa ba le medimo e meng kantle ho nna. “ O se ke wa iketsetsa setshwantsho se betlilweng, leha e le setshwantsho sefe kapa sefe sa ntho e hodimo, lehodimong, kapa e tlase, lefatsheng kapa e metsing, katlase ho lefatshe. O se ke wa di kgumamela, mme o se ke wa di sebeletsa, hobane nna, Morena Modimo wa hao, ke Modimo ya boulelang, ya otlang bana ka baka la bokgopo ba bo-ntata bona, ho isa molokong wa boraro le wa bone wa ba nltlhoileng. Empa ba nthatang, ba bolokang melao ya ka, ke ba hauhela ho isa melokong e sekete. “ O se ke wa tlaela ka lebitso la Morena Modimo wa hao, hobane Morena a ke ke a tlohela ho otla ya tlaelang ka lebitso lahae. “ Hlokomela letsatsi la Sabatha, o le halaletse, jwalokaha Morena Modimo wa hao, a o laetse. O ka sebetsa ka matsatsi a tsheletseng, mme wa etsa mesebetsi ya hao kaofela, empa letsatsi la bosupa ke la phomolo ya Morena Modimo wa hao. Ka letsatsi lena o se ke wa etsa mosebetsi ofe kapa ofe, wena, kapa mora wa hao, kapa moradi wa hao, kapa mohlanka wa hao, kapa lekgabunyane la hao, kapa pholo ya hao, kapa tonki ya hao, kapa diphoofolo tsa hao tsohle, kapa majaki ya ha hao, e le hore wena, le mohlanka wa hao, le lekgabunyane la hao, lona le tle le phomole. Hopola hore le ne le le bahlanka naheng ya Egepeta. Morena Modimo wa lona, o ile a le ntsha moo ka matla, le ka letsoho la hae le otlolohileng. Ka lebaka lena, Morena Modimo wa lona, o le laetse ho boloka letsatsi la Sabatha. “ Hlompha ntatao le mmao, jwalokaha Morena Modimo wa hao, a o laetse, e le hore o tle o phele halelele, o atlehe, naheng eo Morena Modimo wa hao, a o neang yona. “ O se ke wa bolaya. “ O se ke wa feba. “ O se ke wa utswa. “ O se ke wa etseletsa motho e mong. “ O se ke wa lakatsa mosadi wa motho e mong. O se ke wa lakatsa hore ntlo ya motho e mong e be ya hao; leha e le tshimo ya hae, kapa mohlanka wa hae, kapa lekgabunyane la hae, kapa pholo ya hae, kapa tonki ya hae, kapa ntho e nngwe le e nngwe eo e leng ya motho e mong. “Tsena ke dipolelo tseo Morena a ileng a di bolella setjhaba sohle sa lona, a le hodima thaba, kahara mollo, le kahara leru, le kahara lefifi la bokantjana, a bua ka lentswe le matla. Yaba o kgaotsa ho bua, o di ngola hodima matlapa a mabedi, o nnea tsona. “Yare ha le utlwa lentswe le tswang hara lefifi, ha thaba yona e ntse e tuka mollo, yaba lona, le dihlooho tsohle tsa merabe le baholo ba lona, le atamela haufi le nna, le re: Bonang, Morena Modimo wa rona, o re senoletse tlotla ya hae, le boholo ba hae; le lentswe la hae re le utlwile le etswa kahara mollo. Kajeno lena re bone hore Modimo o hle a bue le motho, ebe motho eo o ntse a phela. Jwale ke hobaneng re tshwanelang ho shwa? Kganare ena ya mollo e tla re timetsa! Ha re ka nna ra utlwa lentswe la Morena Modimo wa rona, ruri re tla shwa! Ke motho ofe ya kileng a utlwa lentswe la Modimo ya phelang, le bua le etswa hara mollo, jwalokaha rona re le utlwile, mme a nna a phela? Wena, Moshe, atamela, o mamele tsohle tseo Morena Modimo wa rona, a tla di bua; ebe wena o re bolella tsohle tseo Morena Modimo wa rona, a tla di bua ho wena. Rona re tla di mamela, mme re di phethe. “Morena a utlwa dipolelo tsa lona, ha le bua le nna. Yaba Morena o re ho nna: Ke utlwile dipolelo tsa setjhaba sena, tseo se di buileng ho wena. Tsohle tseo se di buileng, se di buile ka nepo. Oho, e se eka dipelo tsa sona di ka ba tjena kamehla, sa ntshaba, sa boloka melao yohle ya ka, e le hore sona, le bana ba sona, se tle se atlehe kamehla yohle! Eya, o re ho sona: Kgutlelang ditenteng tsa lona. Empa wena o eme mona pela ka, mme ke tla o bolella melao yohle, le ditaelo, le ditemoso, tseo o tla se ruta tsona, e le hore se tle se di phethe, naheng eo ke se neang yona, hore e be ya sona. “Ka baka leo, hlokomelang ho etsa jwalokaha Morena a le laetse. Le se ke la kgelohela ka letsohong le letona kapa ka ho le letshehadi. Le tsamaye ka tsela eo Morena Modimo wa lona, a le laetseng hore le tsamaye ka yona, e le hore le tle le phele, le atlehe, mme le phele halelele naheng eo e tla ba ya lona. “Ena ke melao, le ditaelo, le ditemoso tseo Morena a laetseng hore le di rutwe, le tle le di phethe naheng eo le tla tshelela ho yona, hore e be ya lona. Ha o tshaba Morena Modimo wa hao, mme ka matsatsi wohle a bophelo ba hao, o boloka melao yohle ya hae, le ditaelo tsa hae, tseo ke o laelang tsona, wena, le mora wa hao, le setloholo sa hao, le tla phela halelele. Mamela he, wena Iseraele, mme o hlokomele ho e phetha, e le hore o tle o atlehe, mme o ngatafale haholo, ha o le naheng e phallang lebese le mahe a dinotshi, jwalokaha Morena Modimo wa bo-ntatao, a ile a o tshepisa. “Mamela, Iseraele! Morena ke Modimo wa rona, ke yena Morena a le mong feela. O tla rata Morena Modimo wa hao, ka pelo ya hao yohle, le ka moya wa hao wohle, le ka matla a hao wohle. Mantswe ana ao ke o laelang wona hona kajeno a be ka pelong ya hao. O a rute bana ba hao ka hloko, o bue ka wona ha o dutse ka tlung ya hao, leha o tsamaya tseleng, leha o paqame, leha o tsoha. Mantswe ana o a tlamelle letsohong la hao e le pontsho, a be jwaloka sekola phatleng ya hao. O a ngole dikoseneng tsa mamati a hao, le hodima dikgoro tsa motse wa hao. “Ha Morena Modimo wa hao, a se a o fihlisitse naheng eo a ileng a e hlapanyetsa bo-ntatao Aborahama, le Isaka, le Jakobo, mme a o neile metse ya teng e meholo, e metle, eo wena o sa kang wa e haha; le matlo a tletseng dintho tsohle tse molemo, tseo o sa kang wa di kenya ka ho wona; le mafudu ao o sa kang wa a tjheka; le masimo a morara, le difate tsa mohlwaare, tseo o sa kang wa di lema, wena o tla ja, o kgore. Jwale o itlhokomele, esere wa lebala Morena ya o ntshitseng naheng ya Egepeta, moo o neng o le lekgoba teng. “O tshabe Morena Modimo wa hao, o sebeletse yena, o ikane ka lebitso la hae. O se ke wa latela medimo e meng, ya ditjhaba tse o potapotileng, esere kgalefo ya Modimo wa hao ya o tlokomela, a o timetsa lefatsheng, hobane Morena Modimo wa hao, ya phelang le wena, ke Modimo ya boulelang. “O se ke wa leka Morena Modimo wa hao, jwalokaha o ile wa mo leka ha o le Masa. Melao ya Morena Modimo wa hao, le ditemoso tsa hae, le ditaelo tsa hae, tseo a o laetseng tsona, o di boloke ka hloko. Etsa ho lokileng le ho hotle mahlong a Morena, e le hore o tle o atlehe, o tsebe ho kena naheng e ntle, eo Morena a e hlapanyeditseng bo-ntatao, mme o e rue. O tla leleka dira tsohle tsa hao kapele ho wena, jwalokaha Morena a buile. “Ka nako e tlang, ha mora wa hao a o botsa, a re: Ditemoso tsee, le melao ee, le ditaelo tsee, tseo Morena Modimo wa rona, a o laetseng tsona, di bolelang?>*** Wena o tle o re ho mora wa hao: Re ne re le makgoba a Faro, naheng ya Egepeta. Morena a re ntsha moo Egepeta ka letsoho la hae le matla. Moo re ntseng re bona, Morena o ile a etsetsa Faro, le ba ntlo ya hae, le Baegepeta dipontsho, le mehlolo e tshosang. Rona o ile a re ntsha moo, hore a re tlise kwano ho re nea naha eo a ileng a e hlapanyetsa bo-ntata rona. Morena o ile a re laela hore re phethe melao ena yohle, re tshabe Morena Modimo wa rona, e le hore re tle re atlehe kamehla, re phele jwalokaha re phela kajeno. E tla ba re etsa toka ha re ka hlokomela ho phetha melao ena yohle, kapele ho Morena Modimo wa rona, jwalokaha a re laetse. “Ha Morena Modimo wa lona, a le fihlisa naheng eo le yang ho yona, hore e ba ya lona, o tla leleka ditjhaba tse ngata, tse kapele ho lona, e leng: Bahete, le Bagirigashe, le Baamore, le Bakanana, le Baperise, le Bahife, le Bajebuse. Ke ditjhaba tse supileng, tse kgolo, tse matla ho le feta. Ha Morena Modimo wa lona, a le neela ditjhaba tsena, le tla di hlola, ebe le di timetsa ho hang. Le se ke la etsa selekane le ditjhaba tseo, leha e le ho di utlwela bohloko. Le se ke la nyallana le tsona. Le se ke la nea bara ba tsona baradi ba lona, kapa la nkela bara ba lona baradi ba tsona. Baradi bao ba tla kgelosa bara ba lona hore ba se ke ba ntatela, ebe ba sebeletsa medimo e meng; kahoo kgalefo ya Morena e tla le tlokomela, ebe o le timetsa kapele. Empa le tle le ba etse tjena: Le heletse dialetare tsa bona, le thue difika tsa bona tseo ba di kgumamelang, le senye ditshwantsho tsa bona tsa Ashera, le tjhese le ditshwantsho tse betlilweng tsa medimo ya bona. “Lona le setjhaba se halalelang ho Morena Modimo wa lona. Morena Modimo wa lona, o le kgethile hore le be setjhaba seo e leng sa hae hara ditjhaba tsohle tse teng lefatsheng. Hase hobane le le bangata ho feta ditjhaba tsohle, Morena a ileng a le rata, mme a le kgetha, hobane ka palo le setjhaba se senyenyane ho feta ditjhaba tsohle. Ke hobane Morena o a le rata, le hobane o rata ho boloka kano eo a neng a e hlapanyetse bo-ntata lona, a le ntshitseng ka letsoho la hae le matla, a le lopolla bokgobeng ba Faro, kgosi ya Egepeta. Tsebang ke hona hore Morena Modimo wa lona, ke yena Modimo. Ke Modimo ya tshepahalang, ya bolokang selekane le lerato la hae le tiileng ho ba mo ratang, le ho ba bolokang melao ya hae, ho isa melokong e sekete. Ba mo hloyang sefahlamahlo o ba putsa ka ho ba timetsa. Ba mo hloyang sefahlamahlo ha a ba diehele, o ba timetsa hanghang. Ka baka leo, bolokang melao, le ditaelo, le ditemoso tseo ke le laelang tsona kajeno, hore le di phethe. “Haeba le mamela ditaelo tsena, le di boloka, le di phetha, Morena Modimo wa lona, o tla boloka selekane le lerato leo a neng a le hlapanyetse bo-ntata lona. O tla le rata, a le hlohonolofatse, a le ngatafatse. O tla hlohonolofatsa bana ba lona, le ditholwana tsa masimo a lona, le koro ya lona, le veine ya lona e ntjha, le ole ya lona. O tla ngatafatsa makgomo a lona, le mehlape ya lona e tla tswala mmoella, naheng eo a hlapanyeditseng bo-ntata lona hore o tla le nea yona. Le tla hlohonolofatswa ho fetisa ditjhaba tsohle. Ho ke ke ha eba le nyopa ya monna kapa ya mosadi hara lona; le hara diphoofolo tsa lona ho ke ke ha eba le e sa tswaleng. Morena o tla fedisa malwetse wohle hara lona. A ke ke a le otla ka mafu afe kapa afe a mabe, a Egepeta, ao le a tsebang, empa bohle ba le hloileng o tla ba otla ka wona. Ditjhaba tsohle tseo Morena Modimo wa lona, a tla neelana ka tsona matsohong a lona, le tla di timetsa. Le se ke la di hauhela, le se ke la sebeletsa medimo ya tsona, hobane hona e tla ba leraba ho lona. “Le se ke la re ka dipelong tsa lona: Ditjhaba tsena di ngata ho re feta; re ke ke ra tseba ho di leleka. Le se ke la di tshaba, le mpe le hopole hantle seo Morena Modimo wa lona, a neng a se etse ho Faro, le ho Bagepeta bohle; le meleko eo le e boneng, le dipontsho, le mehlolo; le letsoho le matla, le otlolohileng, leo Morena Modimo wa lona, a ileng a le ntsha ka lona. Morena Modimo wa lona, o tla etsa jwalo ho ditjhaba tsohle tseo le di tshabang. Hape Morena Modimo wa lona, o tla romela bobi hara tsona, ho fihlela ho timela ditjhaba tse setseng, le tse ipatetseng lona. “Le se ke la di tshaba, hobane Morena Modimo wa lona, o teng hara lona, mme ke Modimo e moholo, ya tshabehang. Morena Modimo wa lona, o tla leleka ditjhaba tsena kahanyane, kapele ho lona. Le ke ke la di timetsa hanghang, esere dibatana tsa naha tsa tshoha di ngatafala ho le feta. Empa Morena Modimo wa lona, o tla neelana ka ditjhaba tsena matsohong a lona, a di ferekanye ka pherekano e kgolo, ho fihlela di timetswa. O tla neelana ka dikgosi tsa ditjhaba tseo matsohong a lona, mme le tla timetsa mabitso a tsona lefatsheng. Ha ho motho ya ka le emang kapele, ho fihlela le di timeditse tsohle. “Ditswantsho tse betlilweng tsa medimo ya ditjhaba tseo le di tjhese ka mollo. Silefera kapa kgauta e hodima ditshwantsho tseo le se ke la e tswela pelo, la inkela yona, esere la tshwaswa ke leraba, hobane tseo ke manyala ho Morena Modimo wa lona. Le se ke la tlisa medimo ya bohata ka matlung a lona, esere la timela jwaloka yona. Le e hloye ho hang, le e nyonye ho hang, hobane ke ntho e tla timetswa. “Melao yohle eo ke le laelang yona kajeno, le hlokomele hore le e phethe, le tle le phele, le ngatafale, le kene naheng eo Morena a e hlapanyeditseng bo-ntata lona, mme e be ya lona. Le hopole leeto lohle leo Morena Modimo wa lona, a le tsamaisitseng lona lehwatateng ka dilemo tsena tse mashome a mane. O ile a le kokobetsa, a le leka, hore a bone se ka dipelong tsa lona, hore na le tla boloka melao ya hae kapa tjhe. O ile a le kokobetsa, a le bolaisa tlala, a le fepa ka manna ao lona le bo-ntata lona le neng le sa a tsebe, hore le tle le tsebe hore motho ha a phele ka bohobe feela, empa o phela le ka polelo e nngwe le e nngwe e tswang molomong wa Morena. Diaparo tsa lona ha di a ka tsa taboha, le maoto a lona ha a a ka a ruruha ka dilemo tsena tse mashome a mane. Tsebelang ka dipelong tsa lona hore, jwalokaha ntata a kgalemela mora wa hae, le Morena Modimo wa lona, o le kgalemela jwalo. Le boloke melao ya Morena Modimo wa lona, le tsamaye ditseleng tsa hae, le mo tshabe. “Morena Modimo wa lona, o le isa naheng e ntle, naha e nang le dinokana tse phallang metsi; naha ya didiba le mehlodi e kopotsang dikgohlong le dithabeng. Naha ya koro, le harese, le morara, le difate tsa feiye, le dikgarenate; naha ya difate tsa mohlwaare, le mahe a dinotshi; naha e sa hlokeng letho, eo ho yona le tla ja, le se ke la hloka letho, naha eo majwe a yona a nang le tshepe, eo dithabeng tsa yona le tlang ho tjheka lethose. Le tla ja, le kgore, mme le hlohonolofatse Morena Modimo wa lona, ka baka la naha e ntle eo a le neileng yona. “Itlhokomeleng, esere la lebala Morena Modimo wa lona, ka ho se boloke melao ya hae, le ditaelo tsa hae, le ditemoso tsa hae, tseo ke le laelang tsona kajeno; esere ha le jele, le kgotshe, le hahile matlo a matle, le dula ho wona; mehlape ya lona ya dikgomo le ya dinku e atile; le silefera ya lona le kgauta ya lona di eketsehile; le atetswe ke tsohle tseo le nang le tsona, yaba dipelo tsa lona di a ikgohomosa, le lebala Morena Modimo wa lona, ya le ntshitseng naheng ya Egepeta, moo le neng le le makgoba teng. Ke yena ya le tsamaisitseng lehwatateng le leholo, le tshabehang, moo ho nang le dinoha tse mahloko a bohale, le diphepheng; le naheng e omeletseng, moo ho neng ho se na metsi, empa a le fa metsi a tswang lefikeng la morallana. Ha le le lehwatateng, Morena o ile a le fepa manna, ao bo-ntata lona ba neng ba sa a tsebe, hore a le kokobetse, a le leke, qetellong a tle a le etsetse tse molemo. Ho seng jwalo, ka dipelong tsa lona le ne le tla re: Matla a rona, le matla a matsoho a rona, ke wona a re ruisitseng. Empa le hopole Morena Modimo wa lona, hobane ke yena ya le neang matla a hore le rue, hore a phethahatse selekane sa hae, seo a se hlapanyeditseng bo-ntata lona, jwaloka kajeno. “Haeba le ka lebala Morena Modimo wa lona, la latela medimo e meng, la e sebeletsa, la e kgumamela, kajeno ke a le tiisetsa hore ruri le tla timela. Le tla timela jwaloka ditjhaba tseo Morena a di timeditseng moo le ntseng le bona; le lona le tla timela jwalo, hobane ha le a ka la mamela lentswe la Morena Modimo wa lona. “Mamela, wena Iseraele. Kajeno o tla tshela Jorodane, o yo hlola ditjhaba tse kgolo, tse o fetang ke matla, tse nang le metse e meholo ya diqhobosheane tse fihlang marung. Kamoo le ba tsebang kateng, Baanake ke setjhaba sa batho ba diqhobane, ba balelele, bao le utlwileng ho buuwa ka bona, ho thwe: Ke mang ya ka emang kapele ho Baanake?>*** Ka baka leo he, kajeno tseba hore Morena Modimo wa lona, ke yena ya le eteletseng pele, ke yena mollo o tjhesang. O tla ba timetsa, a le hlolele bona. Le tla ba leleka, le ba timetse kapele, jwalokaha Morena a buile ho lona. “Hoba Morena a ba leleke kapele ho lona, le se ke la re ka dipelong tsa lona: Ke ka baka la ho loka ha ka Morena a mphihlisitseng naheng ena hore e be ya ka. Ke ka lebaka la bokgopo ba ditjhaba tsena, Morena a di lelekang kapele ho lona. Hase ka baka la ho loka ha lona, kapa ka baka la ho loka ha dipelo tsa lona naha ena a tlang ho ba ya lona, empa ke ka baka la bokgopo ba ditjhaba tsena Morena a di lelekang kapele ho lona, e le hore Morena a phethahatse tshepiso eo a neng a e hlapanyetse bo-ntata lona Aborahama, le Isaka, le Jakobo. “Ka baka lena he, tsebang hore Morena Modimo wa lona, ha a le nee naha ena e ntle ka baka la ho loka ha lona, hobane le setjhaba se manganga. “Le hopole, mme le se ke la lebala kamoo le ileng la halefisa Morena Modimo wa lona kateng, ha le le lehwatateng. Ho tloha mohla le tswang naheng ya Egepeta, ho fihlela le ba le fihla sebakeng sena, le nnile la fetohela Morena. Leha le le Horebe le ne le halefise Morena; Morena a le halefela hoo a neng a batle a le timetsa, ha ke ne ke nyolohetse thabeng ho amohela matlapa, e leng matlapa a selekane seo Morena a se entseng le lona, mme ka dula thabeng ka matsatsi a mashome a mane, le ka masiu a mashome a mane, ke sa je, ke sa nwe metsi. Morena a nnea matlapa a mabedi a ngotsweng ke monwana wa Modimo. Hodima wona ho ne ho ngotswe mantswe wohle ao Morena a neng a a bue ho lona, hodima thaba, a le kahara mollo, mohla le neng le phuthehile. Hoba ho fete matsatsi a mashome a mane le masiu a mashome a mane, Morena a nnea matlapa a mabedi, e leng matlapa a selekane. “Morena a re ho nna: Ema, o tlohe mona, o theohe kapele, hobane setjhaba sa hao, seo o se ntshitseng naheng ya Egepeta, se entse bobe. Se kgelohile ka potlako tseleng eo ke se laetseng ho tsamaya ka yona. Se se se ipopetse modimo ka kgauta. “Yaba Morena o re ho nna: Ke bone setjhaba sena; bona, ke setjhaba se manganga! Ntlohelle ke se timetse, ke hlakole lebitso la sona katlasa lehodimo. Wena ke tla o etsa setjhaba se matla, se seholo ho feta sena. “Ka tsamaya, ka theoha thabeng e neng e ntse e tuka mollo, ke nkile matlapa a mabedi a selekane. Ka tadima, ka bona hore le sitetswe Morena Modimo wa lona, le ipopetse namane ka kgauta, mme ka potlako le kgelohile tsela eo Morena a le laetseng yona. Ka baka lena ke ile ka nka matlapa a mabedi, ka a ptjatlanya fatshe, ka a pshatla moo le ntseng le bona. “Yaba ke itihela fatshe, kapele ho Morena. Ka matsatsi a mashome a mane, le ka masiu a mashome a mane, jwaloka kgetlo la pele, ha ke a ka ka ja, leha e le ho nwa metsi, ka baka la sebe seo le se entseng ka ho etsa bobe mahlong a Morena, mme la mo halefisa. Ke ne ke tshaba bohale ba Morena, le kgalefo eo a neng a le halefetse ka yona, hoo a neng a rata ho le timetsa. Empa le mohlang oo Morena a mmamela. Morena o ne a halefetse Arone, hoo a neng a batle a mo timetsa, empa le mohlang oo ke ne ke rapelle Arona. Ka nka ntho eo le entseng sebe ka yona, e leng namane eo le neng le e bopile, ka e tjhesa ka mollo, ka e sila, ya eba thuethue jwaloka lerole, ka e qhalla ka nokaneng e theohang thabeng. “Hape ha le le Tabera, le Masa, le Kiborote-Hatafa, le teng le ne le halefise Morena. “Ha le le Kadeshe-Barenea a le roma, a re ho lona: Nyolohang, le yo hapa naha eo ke le neileng yona. Le teng le ne le fetohele taelo ya Morena Modimo wa lona, mme la se ke la mo kgolwa leha e le ho mo mamela. Haesale ke le tseba, le nnile la fetohela Morena. “Yaba ke itihela fatshe, kapele ho Morena, ka matsatsi a mashome a mane, le ka masiu a mashome a mane, hobane Morena o ne a re o a le timetsa. Ka rapela Morena, ka re: Oho, Morena Modimo, se ke wa timetsa setjhaba sa hao, seo e leng lefa la hao, seo o se lopolotseng ka boholo ba hao, wa se ntsha Egepeta ka letsoho la hao le matla. Hopola bahlanka ba hao bo-Aborahama, le Isaka, le Jakobo. Se ke wa natsa manganga a sona, kapa bokgopo ba sona, kapa sebe sa sona; esere baahi ba naha eo o se ntshitseng ho yona ba re: Kahobane Morena a sitilwe ho fihlisa setjhaba sena naheng eo a neng a se hlapanyeditse yona, kapa kahobane a se hloile, o ile a se ntsha Egepeta ho tla se bolaela lehwatateng mona. Empa ke setjhaba sa hao le lefa la hao; ke setjhaba seo o se ntshitseng ka matla a maholo, le ka letsoho la hao le otlolohileng. “Ka nako eo Morena a re ho nna: Ipetlele matlapa a mabedi, a tshwanang le a pele, o nyolohele ho nna, thabeng, o etse areka ya lehong. Hodima matlapa ao ke tla ngola mantswe a neng a ngotswe hodima matlapa a pele, ao o a pshatlileng, ebe o kenya matlapa ao ka arekeng. “Yaba ke etsa areka ka dithupa tsa sefate sa mositsane, ke betla matlapa a mabedi, a tshwanang le a pele, ke nyolohela thabeng, ke nkile matlapa ao a mabedi. Jwalokaha a ne a ngole pele hodima matlapa ao, Morena a ngola melao e leshome, eo Morena a neng a le bolelle yona thabeng, a le kahara mollo, mohla le neng le phuthehile. Morena a nnea melao eo. Ka kgutla, ka theoha thabeng, ka kenya matlapa ka arekeng eo ke e entseng. Matlapa a dula kamoo, jwalokaha Morena a ntaetse.” Bana ba Iseraele ba tsamaya, ba tloha Beerote-Bene-Jakane, ba leba Mosera, moo Arone a ileng a shwela teng, a ba a epelwa hona teng. Mora wa hae Eleasare ya eba moprista sebakeng sa ntatae. Ba tloha moo ba leba Gudegoda, ho tloha Gudegoda ba leba Jotebata, e leng naha ya dinokana tse phallang metsi. Ka yona nako eo Morena a khetha ba morabe wa Levi, hore ba jare areka ya selekane sa Morena, ba eme kapele ho Morena, ba mo sebeletse, ba hlohonolofatse ka lebitso la hae ho fihlela kajeno. Ka baka leo, Levi ha a na kabelo lefeng la bana babo. Morena ke yena lefa la hae, jwalokaha Morena Modimo wa hao, a boletse. “Ka dula thabeng ka matsatsi a mashome a mane, le ka masiu a mashome a mane, jwaloka lekgetlo la pele, mme le ka yona nako eo Morena a mmamela, a se ke a rata ho le timetsa. Morena a re ho nna: Ema, o tswele pele leetong, o etelle setjhaba sena pele. Sona se tla kena, se hape naha eo ke hlapanyeditseng bo-ntata sona hore ke tla se nea yona. “Jwale, Iseraele, seo Morena Modimo wa hao, a se batlang ho wena ke sefe haese hore o tshabe Morena Modimo wa hao, o tsamaye ditseleng tsa hae tsohle, o mo rate, o sebeletse Morena Modimo wa hao, ka pelo ya hao yohle, le ka moya wa hao wohle; o boloke melao ya Morena, le ditaelo tsa hae tseo ke o laelang tsona kajeno, hore o tle o atlehe? “Bona, lehodimo, le lehodimo la mahodimo, le lefatshe, le tsohle tse ho lona, ke tsa Morena Modimo wa hao. Empa Morena o ne a rata bo-ntata lona, hoo a ileng a ikgethela ditloholo tsa bona, e leng lona, a le kgetha hara ditjhaba tsohle, jwaloka kajeno. Ka baka leo, bolotsang dipelo tsa lona, mme le ke ke la hlola le eba manganga. Morena Modimo wa lona, ke Modimo e moholo, ke Modimo wa medimo, ya matla, ya tshabehang. Ha a na leeme, ha a amohele tjotjo. O ahlola kgutsana le mohlolohadi ka toka, o rata mojaki, o a mo fepa, o a mo apesa. Ka baka leo, ratang bajaki, hobane le lona le ne le le bajaki naheng ya Egepeta. Le tshabe Morena Modimo wa lona. Le mo sebeletse, le mo kgomarele, le hlapanye ka lebitso la hae. Ke yena thoriso ya lona, ke yena Modimo wa lona, ya le etseditseng dintho tsena tse kgolo, tse tshabehang, tseo le di boneng. “Bo-ntata lona ba ne ba theohele Egepeta e le batho ba mashome a supileng, empa jwale Morena Modimo wa lona, o le ngatafaditse jwaloka dinaledi tsa lehodimo. “Ka baka leo, ratang Morena Modimo wa lona, le boloke ditaelo tsa hae, le ditemoso tsa hae, le dikahlolo tsa hae, le melao ya hae kamehla. Tsebang kajeno, hobane ha ke bue le bana ba lona, ba sa kang ba tseba, mme ba sa kang ba bona kgalemelo ya Morena Modimo wa lona, le boholo ba hae, le letsoho la hae le matla, le otlolohileng; ba sa kang ba bona dipontsho tsohle, le diketso tsa hae, tseo a di entseng naheng ya Egepeta, ho Faro, kgosi ya Egepeta, le naheng yohle ya hae; le seo a se entseng ho bahlabani ba Egepeta, le ho dipere tsa bona, le dikariki tsa bona tsa ntwa, kamoo a entseng hore metsi a Lewatle la Lehlaka a di pupetse, ha ba ne ba ba phaladisa. Morena o ile a ba timetsa ho fihlela kajeno. Tsebang seo a le etseditseng sona, ha le le lehwatateng, ho fihlela le fihla sebakeng sena; le seo a se entseng ho Datane, le ho Abirame, bara ba Eliabe, mora wa Rubene, kamoo lefatshe le ileng la ahlama kateng, mme la ba metsa hammoho le tsohle tsa bona, le ditente tsa bona, le tsohle tse phelang, tseo ba neng ba tsamaya le tsona, setjhabeng sa Iseraele. Empa le bone mesebetsi yohle e meholo ya Morena, eo a e entseng. “Ka baka lena, le boloke melao yohle eo ke le laelang yona kajeno, e le hore le tle le matlafale, le kene, le hape naha eo le tla e rua, hore e be ya lona; le tle le phele halelele naheng eo Morena a hlapanyeditseng bo-ntata lona hore o tla ba nea yona le ditloholo tsa bona, e leng naha e phallang lebese le mahe a dinotshi. “Naha eo le kenang ho yona, hore e be ya lona, ha e tshwane le naha ya Egepeta, moo le tswang teng, moo le neng le jala peo ya lona teng, le e nwesetsa, jwalokaha le nwesetsa serapa sa meroho. Empa naha eo le tshelelang ho yona hore e be ya lona, ke naha ya maralla, le dikgohlo, e nwesetswang ke dipula tse tswang lehodimong. Ke naha eo Morena Modimo wa lona, a e baballang. Kamehla Morena Modimo wa lona o e beile leihlo ho tloha ha selemo se thwasa, ho fihlela ha se fela. “Ha le mamela ka hloko melao ya ka, eo ke le laelang yona kajeno, le rata Morena Modimo wa lona, le mo sebeletsa ka dipelo tsa lona tsohle, le ka moya wa lona wohle; ke tla nesetsa naha ya lona pula ka nako ya yona, e leng dipula tsa selemo, le dipula tsa hwetla, hore le tle le kotule koro ya lona, le veine ya lona e ntjha, le ole ya lona. Ke tla medisetsa dikgomo tsa lona jwang naheng ya lona, mme le tla ja, le kgore. Itlhokomeleng, esere dipelo tsa lona tsa thetseha, la kgeloha, la sebeletsa medimo e meng, mme la e kgumamela. Kgalefo ya Morena e tla le tlokomela, a thibe mahodimo hore ho se ne pula, naha e hloke kotulo, lona le shwe kapele naheng e ntle, eo Morena a le neang yona. “Ka baka lena, le boloke mantswe ana a ka ka dipelong tsa lona, le ka meyeng ya lona, le a tlamelle matsohong a lona e le pontsho, a be jwaloka sekola diphatleng tsa lona. Le tla a ruta bana ba lona, le bue ka wona ha le dutse ka matlung a lona, leha le tsamaya tseleng, leha le paqame, leha le tsoha. Le a ngole dikoseneng tsa mamati a lona, le hodima dikgoro tsa metse ya lona, e le hore ha feela lehodimo le lefatshe di sa ntse di le teng, lona, le bana ba lona le tle le phele halelele, naheng eo Morena a e hlapanyeditseng bo-ntata lona hore o tla ba nea yona. “Ha le ka la boloka ka hloko melao ena yohle, eo ke le laelang yona, la e phetha, la rata Morena Modimo wa lona, la tsamaya ditseleng tsohle tsa hae, mme la mo kgomarela; Morena o tla leleka ditjhaba tsena tsohle kapele ho lona, le falatse ditjhaba tse kgolo ho le feta, tse matla ho le feta. Sebaka se seng le se seng seo le tla tsamaya ho sona, e tla ba sa lona. Meedi ya lona e tla tloha lehwatateng, le Lebanone, le ho tloha Nokeng, e leng noka ya Euferatese, ho ya fihla lewatleng le ka bophirimela. Ha ho motho ya tla tseba ho ema kapele ho lona. Hohle moo le tla tsamaya teng, Morena Modimo wa lona, o tla etsa hore ba le tshabe, ba phakgasele jwalokaha a le tshepisitse. “Bonang, kajeno ke bea kapele ho lona thohako le tlhohoholofatso. E tla ba tlhohonolofatso haeba le mamela melao ya Morena Modimo wa lona, eo ke le laelang yona kajeno; e be thohako haeba le sa mamele melao ya Morena Modimo wa lona, eo ke le laelang yona kajeno, mme le latela medimo e meng, eo le sa kang la e tseba. Ha Morena Modimo wa lona, a le fihlisa naheng eo le kenang ho yona ho e hapa, le tle le hlohonolofatse thaba ya Gerisime, mme le rohake thaba ya Ebale. Dithaba tsena di kamose wane ho Jorodane, tseleng e ka bophirimela, naheng ya Bakanana ba ahileng phuleng, malebana le Gilegale, pela dieike tsa More. Le lokela ho tshela noka ya Jorodane ha le kena ho ya hapa naha eo Morena Modimo wa lona, a le neang yona. E tla ba ya lona, le ahe ho yona. Le hlokomele ho phetha melao yohle, le ditaelo tsohle tseo ke di beang kapele ho lona kajeno. “Ena ke melao, le ditaelo tseo le tshwanetseng ho di phetha naheng eo Morena Modimo wa bo-ntata lona, a le neileng yona hore e be ya lona, ka matsatsi wohle ha le ntse le phela lefatsheng. Le fedise dibaka tsohle moo ditjhaba tseo le tlang ho di falatsa di neng di sebeletsa medimo ya tsona teng, tse hodima dithaba, le tse hodima maralla, le tse katlasa difate tsohle tse talana. Le heletse dialetare tsa tsona, le thue difika tsa tsona tseo di di kgumamelang. Le tjhese le ditshwantsho tsa tsona tsa Ashera. Ditshwantsho tse betlilweng tsa medimo ya tsona le di rathake, le fedise mabitso a tsona dibakeng tseo. “Le se ke la etsa jwalo ho Morena Modimo wa lona. Empa le tla batla sebaka seo Morena Modimo wa lona, a tla se kgetha merabeng yohle ya lona, e leng sebaka seo Morena Modimo wa lona, a tla ba ho sona, a dule ho sona. Le ye sebakeng seo. Le tle le ise ho sona dinyehelo tsa lona tsa setjheso, le mahlabelo a lona, le karolo e le nngwe ho tse leshome tsa motho ka mong, le nyehelo tsa lona tse akgotswang, le dikano tsa lona, le dinyehelo tsa lona tsa boithaopo, le matsibolo a mehlape ya lona ya dikgomo le ya dinku. Le di jelle moo, kapele ho Morena Modimo wa lona. Wena le ba ntlo ya hao le tla thabiswa ke tsohle tseo le di sebetsang, tseo Morena Modimo wa lona, a le hlohonolofaditseng ka tsona. “Le se ke la etsa jwalokaha le etsa kajeno: monna ka mong o iketsetsa borata, hobane ha le eso ka le kena phomolong, le amohela lefa leo Morena, Modimo wa lona, a le neang lona. Empa etlare ha le se le tshetse Jorodane, le se le ahile naheng eo Morena Modimo wa lona, a le neang yona e le ya lona, a se a le phomoditse direng tsohle tsa lona tse le potapotileng, le tla dula le sireletsehile. Sebaka seo Morena Modimo wa lona, a tla se kgetha e le moo a tla dula teng, ke ho sona le tlang ho isa tsohle tseo ke le laetseng tsona: dinyehelo tsa lona tsa setjheso, le mahlabelo a lona, le karolo e le nngwe ho tse leshome tsa motho ka mong, le dinyehelo tsa lona tse akgotswang, le dikano tsa lona tse kgethehileng, tseo le di etseditseng Morena. Le tla thaba kapele ho Morena Modimo wa lona; lona, le bara ba lona, le baradi ba lona, le bahlanka ba lona, le makgabunyane a lona, le Molevi ya kahara metse ya lona, hobane ha a na seabo kapa lefa jwaloka lona. “Itlhokomeleng le se ke la nyehela ka dinyehelo tsa lona tsa setjheso sebakeng sefe kapa sefe seo le se bonang. Empa le ye sebakeng seo Morena a tla se kgetha, se naheng ya morabe o mong wa merabe ya lona; ke moo le tla nyehela ka dinyehelo tsa lona tsa setjheso teng, le moo le tla etsetsa tsohle tseo ke le laelang tsona teng. “Leha ho le jwalo, le ka hlabela diphoofolo tsa lona moo le ratang teng. Le jelle nama ya tsona kahara metse ya lona, ho ya kamoo Morena Modimo wa lona, a le hlohonolofaditseng kateng. Ba sesila, le ba hlwekileng ba ka di ja, jwalokaha le eja nama ya tshephe, le nama ya kgama. Ke bobete feela boo le sa tlong ho bo ja; bona le bo qhalle fatshe jwalokaha le qhala metsi. Kahara metse ya lona le se ke la ja tse latelang: karolo e le nngwe ho tse leshome tsa motho ka mong, tsa koro ya lona, kapa tsa veine ya lona e ntjha, kapa tsa ole ya lona, kapa tsa matsibolo a mehlape ya dikgomo tsa lona; kapa efe kapa efe ya dikano tseo le ikanneng ka tsona, kapa dinyehelo tsa lona tsa boithaopo, kapa dinyehelo tsa lona tse akgotswang. Empa tsena tsohle le tla di jella kapele ho Morena Modimo wa lona, sebakeng seo Morena Modimo wa lona, a tla se kgetha; lona, le bara ba lona, le baradi ba lona, le bahlanka ba lona, le makgabunyane a lona, le Molevi ya kahara metse ya lona. Kapele ho Morena Modimo wa lona, le tla thabiswa ke tsohle tseo le di sebetsang. Itlhokomeleng, le se ke la furalla Molevi ha feela le ntse le phela naheng ya lona. “Ha Morena Modimo wa lona, a atolosa meedi ya lona, jwalokaha a le tshepisitse, mme le re: Ke tla ja nama, hobane ke lakatsa ho ja nama, le ka ja nama ho latela ditakatso tsa lona. Haeba sebaka seo Morena Modimo wa lona, a tla se kgetha hore a dule ho sona se le hole haholo ho tloha ho lona, le ka hlaba kgomo kapa nku mehlapeng ya lona, eo Morena a le neileng yona, jwalokaha ke le laetse, mme le ka e jella kahara metse ya lona, kamoo le lakatsang kateng. Le ka e ja jwalokaha le ye le je nama ya tshephe le ya kgama. Batho ba sesila le ba hlwekileng le bona ba ka e ja. Hlokomelang, le se ke la ja bobete, hobane madi ke bophelo, mme ha le a tshwanela ho ja nama le bophelo. Le se ke la bo ja, le bo qhalle fatshe jwalokaha le qhala metsi. Le se ke la bo ja, e le hore le tle le atlehe mmoho le ditloholo tsa lona, ha le etsa se lokileng mahlong a Morena. “Ke feela dintho tse halalelang tsa lona, le dikano tsa lona, tseo le ka di isang sebakeng seo Morena a tla se kgetha. Le nyehele ka nyehelo ya lona ya setjheso, le ka nama, le ka madi, hodima aletare ya Morena Modimo wa lona. Madi a tse hlabilweng tsa lona le a qhalle kahodima aletare ya Morena Modimo wa lona, empa nama yona le e je. Hlokomelang, le utlwe mantswe ana wohle ao ke le laelang wona, e le hore lona le ditloholo tsa lona le tle le atlehe kamehla, ha le etsa se setle le se lokileng mahlong a Morena. “Ha Morena Modimo wa lona, a se a fietse kapele ho lona ditjhaba tseo le yang ho ya di hapa, le se le di lelekile, le tla aha naheng ya tsona. Itlhokomeleng, le se ke la tshwaswa ke leraba, kamora hoba di fediswe kapele ho lona. Le se ke la botsa tsa medimo ya ditjhaba tseo, la re: Ditjhaba tsee di sebeletsa medimo ya tsona jwang, le rona re tle re di etsise?>*** Le se ke la etsa jwalo ho Morena Modimo wa lona. Manyala wohle ao Morena a a hloileng, ditjhaba tsena di a etseditse medimo ya tsona, tsa ba tsa e etsetsa sehlabelo sa setjheso ka bara le baradi ba tsona. “Tsohle tseo ke le laelang tsona le hlokomele ho di phetha. Le se ke la eketsa letho, kapa la fokotsa letho ho tsona. “Haeba moporofeta kapa molori wa ditoro a ka ba teng hara lona, mme a le etsetsa pontsho kapa mohlolo; eba pontsho eo, kapa mohlolo oo, o a phethahala, mme a re ho lona: A re lateleng medimo e meng, eo le sa kang la e tseba, re e sebeletse; lona le se ke la mamela polelo ya moporofeta eo, kapa ya molori eo, hobane Morena Modimo wa lona, o a le leka, ho bona hore na le rata Morena Modimo wa lona ka dipelo tsa lona tsohle, le ka moya wa lona wohle. Le latele Morena Modimo wa lona, le mo tshabe, le boloke melao ya hae, le mamele lentswe la hae, le mo sebeletse, le mo kgomarele. Ha e le moporofeta eo, kapa molori eo, a bolawe, hobane o rutile setjhaba ho fetohela Morena Modimo wa lona, ya le ntshitseng naheng ya Egepeta, ya le lopolotseng moo le neng le le makgoba teng. O le kgelosa tsela eo Morena Modimo wa lona, a laetseng hore le tsamaye ka yona. Tlosang ke hona bokgopo boo hara lona. “Haeba ngwaneno wa letswele, kapa mora wa hao, kapa moradi wa hao, kapa mosadi wa hao wa sethibamathe, kapa motswalle wa hao wa hlooho ya kgomo, a ka o hohela ka lekunutu, a re: A re ye, re yo sebeletsa medimo e meng, eo wena, le bo-ntata lona, le sa kang la e tseba; e leng medimo ya ditjhaba tse le potapotileng, tse haufi le lona, kapa tse hole le lona, ho tloha pheletsong e nngwe ya lefatshe ho isa pheletsong e nngwe; le se ke la dumela tsa hae, kapa la di mamela, kapa la mo hauhela, kapa la mo qenehela, kapa la mo pata. Ruri le fele le mmolaye, e be wena ya mo otlang pele, e nto ba setjhaba sohle. Le mo tlepetse ka majwe, a shwe, hobane o ne a batla ho o kgelosa ho Morena Modimo wa hao, ya o ntshitseng naheng ya Egepeta, moo o neng o le lekgoba teng. Setjhaba sohle sa Iseraele se tla utlwa hona, se tshabe, mme se se ke sa hlola se etsa bokgopo bo tshwanang le bona hara lona. “Haeba motseng o mong wa metse ya heno, oo Morena Modimo wa hao, a o neileng wona hore o ahe ho wona, o ka utlwa monyenyetsi o reng: Ditlokotsebe tse ding di tswile hara lona, di kgelositse baahi ba motse wa habo tsona, di re: A re yeng, re yo sebeletsa medimo e meng, eo le sa kang la e tseba, wena o batlisise taba ena ka hloko. Haeba e le nnete, mme taba eo e tiile ya hore manyala a jwalo a entswe hara lona, ruri o bolaye baahi ba motse oo ka sabole, o o timetse ho hang. Tsohle tse ka ho wona, le diphoofolo tsa wona, le tsona kaofela di bolawe ka sabole. Kgapo yohle ya wona le e bokelle lebaleng la motse. Motse oo, le kgapo yohle ya wona, le di tjhese ka mollo, e be nyehelo ya setjheso e etsetswang Morena Modimo wa lona. Motse oo o tla fetoha lesupi la mehla yohle, mme o ke ke wa hlola o tsoswa. Ho se be letho la dintho tse halalelang tseo le ka di nkang, e le hore bohale bo tshabehang ba Morena bo tle bo kokobele, a le hauhele, a le ngatafatse jwalokaha a hlapanyeditse bo-ntata lona. Feela le mamele lentswe la Morena Modimo wa lona, le boloke melao ya hae yohle eo ke le laetseng yona kajeno, le etse ho lokileng mahlong a Morena Modimo wa lona. “Lona le bana ba Morena Modimo wa lona. Le se ke la iphatsa, kapa la ipeola diphatleng ha le llela bafu. Le setjhaba se halalelang sa Morena Modimo wa lona. Morena o le kgethile hara ditjhaba tsohle tse teng lefatsheng, hore le be setjhaba sa hae. “Le se ke la ja letho le manyala. Tsena ke diphoofolo tseo le ka di jang: kgomo, le nku, le podi, kgama, le tshephe, le letsa, le podiyathaba, le hlwaele, le tholo, le phuthi. Hara diphoofolo tsohle, tse nang le tlhako e arohaneng, e nang le dikgolana tse pedi, e thuisang, tsena le ka di ja. Ha e le tse thuisang feela, kapa tse nang le dikgolana feela empa di sa thuise, tsona le se ke la di ja. Tsena ke kamele, le mmutla, le pela. Kahobane di a thuisa, empa ha di na dikgolana, ho lona ha di a hlweka. Le hoja kolobe e ena le dikgolana, empa ha e thuise, ka baka leo, ho lona ha e a hlweka. Le se ke la ja nama ya yona, le sefifi sa yona le se ke la se ama. “Ho diphoofolo tsohle tse phelang metsing, tsena le ka di ja: tsohle tse nang le mapheo le mahehebu le ka di ja. Empa tsohle tse se nang mapheo le mahehebu le se ke la di ja, hobane ho lona ha di a hlweka. “Nonyana e nngwe le nngwe e hlwekileng le ka e ja. Empa tsena ke tseo le sa lokeleng ho di ja: ntsu, le seodi, le letlaka, le seotsanyana, le phakwe, le bommankgodi ka mefuta ya bona, le makgwaba ka mefuta ya wona, le mpshe, le kgohoyadira, le letata, le diphakwe ka mefuta ya tsona, le sephookwana, le sephooko, le makgohlo, le mmamolangwane, le lenong, le seinodi, le mokotatsie, le dikokolofitwe ka mefuta ya tsona, le moholodi, le mmankgane. “Ntho e nngwe le e nngwe e nang le mapheo, e hahabang, ho lona ha e a hlweka, mme e ke ke ya jewa. Nonyana e nngwe le e nngwe e hlwekileng, le ka e ja. “Le se ke la ja nama ya ntho efe le efe e itjhweletseng feela. Le ka e fa bajaki ba metseng ya lona, la e rekisetsa moditjhaba, hobane lona le setjhaba se halalelang ho Morena Modimo wa lona. “Le se ke la pheha potsanyane ka lebese la mma yona. “Ka selemo se seng le se seng, o tla fana ka karolo e le nngwe ho tse leshome, tsa kotulo yohle e tswang tshimong ya hao. Karolo ena e tswang ho tse leshome tsa koro ya lona, le tsa veine ya lona e ntjha, le tsa ole ya lona, le tsa matsibolo a lona a mehlape ya dikgomo le ya dinku, le tla e jella kapele ho Morena Modimo wa lona, sebakeng seo a tla se kgetha hore a dule ho sona. Le etse jwalo hore le tle le ithute ho tshaba Morena Modimo wa lona, kamehla. Ha Morena Modimo wa lona, a se a le hlohonolofaditse, mme eba leeto le le lelele haholo ho lona, hoo le sitwang ho isa dikarolo tsa lona tse tswang ho tse leshome, hobane sebaka seo Morena Modimo wa lona, a se kgethileng hore o tla dula ho sona, se le hole haholo le lona; dikgomo tseo tsa lona le di rekise tjhelete, mme tjhelete eo le e phuthe, le e fuparele, le ye sebakeng seo Morena Modimo wa lona, a se kgethileng. Tjhelete eo le e sebedise ho reka tsohle tseo le di ratang; e ka ba dipholo, kapa dinku, kapa veine, kapa jwala, kapa tsohle tseo le di batlang. Tsena le di jelle kapele ho Morena Modimo wa lona, le thabe hammoho le malapa a lona. “Le se ke la furalla Molevi ya motseng wa lona, hobane yena ha a na kabelo, kapa lefa jwaloka lona. “Qetellong ya dilemo tse tharo le tlise karolo tsohle tsa dikarolo tse leshome, tsa kotulo ya lona ya selemo seo, le di bokelle kahara motse wa lona. Jwale ho tla tla Molevi, hobane yena ha a na lefa jwaloka lona; ho tle le mojaki, le kgutsana, le mohlolohadi, e leng ba ahileng kahara metse ya lona; ba je, ba kgore, e le hore Morena Modimo wa lona, a tle a le hlohonolofatse mosebetsing wohle oo le o etsang. “Qetellong ya selemo se seng le se seng sa bosupa le tla leballana melato. Mokgwa wa ho leballana melato ke ona: Motho ka mong, eo ho nkilweng molato ho yena, o tla leballa mohahabo seo a mo adimileng sona; ha a na ho susutlella mohahabo, kapa ngwanabo, hore a lefe, hobane selemo sa Morena, sa ho leballana melato, se phatlaladitswe. Moditjhaba yena o ka mo susutlella hore a lefe, empa eng kapa eng ya hao, e ho ngwaneno, o tla mo leballa yona. “Kaha Morena Modimo wa lona, o tla le hlohonolofatsa naheng eo a tla le nea yona hore e be lefa la lona, hara lona ha ho na ho ba le ya hlokang; haeba feela le mamela lentswe la Morena Modimo wa lona, ka hloko, le hlokomela ho phetha melao ena yohle eo ke le laelang yona kajeno. Morena Modimo wa lona, o tla le hlohonolofatsa jwalokaha a buile ho lona. Le tla adimana ka tsa lona ho ditjhaba tse ngata, empa lona le ke ke la adima letho ho tsona. Le tla busa ditjhaba tse ngata, empa tsona di ke ke tsa le busa. “Haeba hara lona ho ena le ya hlokang, e le e mong wa bana babo lona, ya motseng ofe kapa ofe wa metse e naheng eo Morena Modimo wa lona, a tla le nea yona, le se ke la thatafatsa dipelo tsa lona, mme le se ke la tima ngwanabo lona ya hlokang. Le mo fe ka letsoho le batsi, le mo adime ho lekana seo a se hlokang, ho ya kamoo a haellwang kateng. Itlhokomeleng, esere ka dipelong tsa lona la ba le mehopolo e mebe, la re: Selemo sa bosupa, e leng selemo sa ho leballana melato, se atametse; ebe ngwanabo lona ya hlokang le mo tadima ka leihlo le lebe, ha le mo nee letho. Jwale o tla lla ka lona ho Morena, mme e tla ba le entse sebe. Ruri eka kgona le mo fe, mme ha le mo fa dipelo tsa lona di se ke tsa kganana, hobane ka baka la ketso ena, Morena Modimo wa lona, o tla le hlohonolofatsa mesebetsing yohle ya lona, le ho tsohle tseo le di etsang. Bahloki ba ke ke ba fela kahara naha ya lona; ka baka leo, ke a le laela, ke re: Ho ngwanabo lona, le ho mofutsana, le ho ya hlokang, ya naheng ya heno, o fane ka letsoho le batsi. “Ha o rekisetswa ngwaneno, e ka ba monna wa Moheberu, kapa mosadi wa Moheberu, o tla o sebeletsa ka dilemo tse tsheletseng. Ka selemo sa bosupa o tla mo lokolla. Ha o mo lokolla, a se ke a tsamaya a itlhophere. O mo fe haholo ho tse tswang mohlapeng wa hao, le ho tse tswang seotlong sa hao, le ho tse tswang setlhotlelong sa hao. Jwalokaha Morena Modimo wa hao, a o hlohonolofaditse, le wena o mo fe jwalo. O hopole hore le wena o ne o le lekgoba naheng ya Egepeta, mme Morena Modimo wa hao, a o lopolla. Ke ka baka lena ke o laelang tjena kajeno. “Empa haeba lekgoba leo le ka re ho wena: Ha ke rate ho kgaohana le wena, e le hobane le o rata, le rata le lelapa la hao; le hobane o le phedisa hantle; o tla nka elese, o phunye tsebe ya lona e manamisitswe lemating. Jwale lekgoba leo e tla ba la hao kamehla yohle. Le lekgoba la hao la mosadi o le etse jwalo. “Ho se ke ha eba thata ho lokolla lekgoba la hao, hobane mosebetsi oo le o etseditseng wona ka dilemo tse tsheletseng, o lekanwa ke moputso wa bahlanka ba babedi ba hirilweng, mme Morena Modimo wa hao, o tla o hlohonolofatsa ho tsohle tseo o di etsang. “Matsibolo wohle a matona, a mehlape ya lona ya dikgomo le ya dinku, o tla a kgethela Morena Modimo wa hao. O se ke wa sebedisa matsibolo a mohlape wa hao wa dikgomo. O se ke wa kuta matsibolo a mohlape wa hao wa dinku. Ka selemo se seng le se seng, o tla ja matsibolo ana o le kapele ho Morena Modimo wa hao; wena, mmoho le ba lelapa la hao, o a jelle sebakeng seo Morena Modimo wa hao, a tla se kgetha. Haeba matsibolo a ena le sepha sa ho hlotsa, kapa sa ho foufala, kapa a ena le sepha sefe kapa sefe, o se ke wa etsetsa Morena Modimo wa hao sehlabelo ka wona. O a jelle kahara motse wa heno. Ba hlwekileng le ba sesila ba je nama ya wona ka ho tshwana, jwalokaha ba eja nama ya tshephe, kapa nama ya kgama. Feela bobete ba wona bona o se ke wa bo ja. O bo qhalle fatshe jwalokaha o qhala metsi. “Hlokomelang kgwedi ya Mmesa, ka ho keteka Paseka ya Morena Modimo wa lona, hobane ke ka kgwedi eo ya Mmesa Morena Modimo wa lona, a neng a le ntshe Egepeta e le bosiu. Le tla nyehella Morena Modimo wa lona, ka Paseka, sebakeng seo Morena Modimo wa lona, a tla se kgetha hore a dule ho sona; e be dinku le dikgomo. Le se ke la e jelella ka bohobe bo lomositsweng. Ka matsatsi a supileng le tla e jelella ka bohobe bo sa lomoswang, e leng bohobe ba matshwenyeho, hobane le ne le tswe Egepeta ka ntshwe-di-safohlwa; e le hore ka matsatsi wohle a ho phela ha lona le nne le hopole mohla le neng le etswa naheng ya Egepeta. Ka matsatsi a supileng ho se ke ha eba le ditomoso naheng yohle ya lona. Nama ya sehlabelo se ileng sa etswa ka phirimana ya letsatsi la pele e se ke ya sielwa la hosasane. “Le se ke la etsa sehlabelo motseng ofe kapa ofe oo Morena Modimo wa lona, a le neang wona, empa le se etsetse sebakeng seo Morena Modimo wa lona, a tla se kgethela hore a dule ho sona. Ke hona moo le tla nyehela ka sehlabelo sa Paseka teng, e be mantsiboya ha letsatsi le dikela, mohla letsatsi leo le neng le tlohe Egepeta ka lona. Le e bese, le e jelle sebakeng seo Morena Modimo wa lona, a tla se kgetha. Hoseng le kgutlele ditenteng tsa lona. Ka matsatsi a tsheletseng le tla ja bohobe bo sa lomoswang, empa letsatsi la bosupa e tla ba la phutheho e kgolo, e mahlonoko ya ho tlotla Morena Modimo wa lona. Le se ke la etsa mosebetsi le o mong ka letsatsi leo. “Ho tloha ka letsatsi leo le qalang ho hela koro ka lona, le tla bala dibeke tse supileng. Jwale le tla ketekela Morena Modimo wa lona, mokete wa dibeke; le fane ka nyehelo ya boithaopo ho ya kamoo Morena Modimo wa lona, a le hlohonolofaditseng kateng. Le thabe kapele ho Morena Modimo wa lona: lona, le bara ba lona, le baradi ba lona, le bahlanka ba lona, le makgabunyane a lona, le Balevi ba ahileng kahara metse ya lona, le bajaki, le dikgutsana, le bahlolohadi ba hara lona, le le sebakeng se tla kgethwa ke Morena Modimo wa lona, hore a dule ho sona. Hopolang hore le ne le le makgoba Egepeta. Le hlokomele ho boloka le ho phetha ditaelo tsena. “Ka matsatsi a supileng, kamorao ho hoba le bokelle tse tswang diotlong tsa lona, le tse tswang ditlhotlelong tsa lona tsa veine, le tla keteke mokete wa maphephe. Le thabe moketeng ona wa lona: Lona, le bara ba lona, le baradi ba lona, le bahlanka ba lona, le makgabunyane a lona, le Balevi, le bajaki, le dikgutsana, le bahlolohadi ba ahileng kahara metse ya lona. Ka matsatsi a supileng, le tla ketekela Morena Modimo wa lona, mokete, sebakeng seo Morena a tla se kgetha, hobane Morena Modimo wa lona, o tla hlohonolofatsa tsohle tseo le di kotutseng, le mesebetsi yohle ya matsoho a lona, mme ho lona e be thabo feela. “Hararo ka selemo, bohle ba lona ba batona ba tla hlaha kapele ho Morena Modimo wa lona, sebakeng seo a tla se kgetha. Nakong ya mokete wa bohobe bo sa lomoswang, le nakong ya mokete wa dibeke, le nakong ya mokete wa maphephe, ho se be le ya mong wa lona ya tla hlaha kapele ho Morena a itsolokile. Monna e mong le e mong a fane ho ya kamoo a filweng kateng, le ho ya kamoo Morena Modimo wa lona, a mo hlohonolofaditseng kateng. “Metseng yohle, eo Morena Modimo wa lona, a le neang yona, le kgethe baahlodi le baokamedi ka ho ya ka merabe ya lona. Ba ahlolele setjhaba ka toka. Le se ke le sotha kahlolo; le se ke la ba leeme; le se ke la amohela tjotjo, hobane tjotjo e foufatsa mahlo a ba bohlale, mme e sotha dipolelo tsa ba lokileng. Le pheelle toka, toka feela, hore le tle le phele, mme naha eo Morena Modimo wa lona, a le neang yona, e tle e be ya lona. “Le se ke la iketsetsa ditshwantsho tsa Ashera pela aletare ya Morena Modimo wa lona. Le se ke la iketsetsa sefika seo le se kgumamelang, e leng ntho eo Morena Modimo wa lona, a e hloileng. “Le se ke la etsetsa Morena Modimo wa lona, sehlabelo ka kgomo, kapa ka nku e nang le sepha, kapa ka eng le eng e nang le sepha, hobane tse jwalo ke manyala ho Morena Modimo wa lona. “Haeba hara lona, le hara metse ya lona, eo Morena Modimo wa lona, a le neang yona, ho ka fumanwa monna kapa mosadi ya etsang bobe mahlong a Morena Modimo wa lona, ka ho roba selekane sa hae, mme eo a iketse ho ya sebeletsa medimo e meng, a e kgumamela, kapa a kgumamela letsatsi, kapa kgwedi, kapa dinaledi dife kapa dife, e leng tseo ke sa le laelang tsona; ha lona le bolellwa, mme le utlwa taba ena, le e batlisise ka hloko. Haeba e le nnete, mme manyala a jwalo a entswe naheng ya Iseraele, monna eo, kapa mosadi eo ya entseng ntho eo e manyala, a ntshetswe kantle ho motse, le mo tlepetse ka majwe, a be a shwe. Ka bopaki ba dipaki tse pedi, kapa tse tharo, eo ya lokelang ho shwa a bolawe, empa ka bopaki ba paki e le nngwe, a ke ke a bolawa. Dipaki e be tsona tse qalang ho mo tlepetsa ka majwe, ho ntano latela setjhaba. Le tlose bobe bona hara lona. “Haeba taba e ahlolwang e o imela, e ka ba taba ya polao, kapa ya tsekisano, kapa ya ho ntshana dikotsi, kapa taba efe le efe ya ho se utlwane kahara metse ya lona, o tsamaye, o ye sebakeng seo Morena Modimo wa lona, a tla se kgetha. Ha o fihla ho baprista, e leng Balevi, le ho moahlodi ya teng ka nako eo, o botse, mme bona ba tla o bolella kamoo nyewe e ka ahlolwang kateng. Wena o tle o latele kahlolo eo ba tla o bolella yona, ba le sebakeng seo Morena a tla se kgetha, mme wena o hlokomele ho etsa kamoo ba tla o laela kateng. Ho ya ka Molao oo ba tla o bolella wona, le ho ya ka kahlolo eo ba tla o bolella yona, wena o etse jwalo. O se ke wa ba wa kgeloha kahlolo eo ba tla o bolella yona. Motho ya ikgohomosang, ya sa mameleng moprista ya sebeletsang kapele ho Morena, kapa ya sa mameleng moahlodi, ya jwalo o tla bolawa. Le tla tlosa bobe jwalo setjhabeng sa Iseraele. Setjhaba sohle se tla utlwa taba ena, se tshabe, mme se se ke sa hlola se ikgohomosa. “Ha le fihla naheng eo Morena Modimo wa lona, a le neang yona, e se e le ya lona, le se le ahile ho yona, mme le re: Re tla ikgethela kgosi jwaloka ditjhaba tsohle tse re potapotileng; le tla fela le ikgethele kgosi eo Morena Modimo wa lona, a tla e kgetha. Le tla ikgethela kgosi hara bana babo lona, le se ke la ikgethela moditjhaba eo e seng ngwanabo lona. Feela kgosi eo e se ke ya ba le dipere tse ngata, esere ya etsa hore setjhaba se kgutlele Egepeta ho ya reka dipere, hobane Morena o itse ho lona: Le ke ke la hlola le kgutlela ka tsela ena. Kgosi eo e se ke ya nyala basadi ba bangata, esere ya kgeloha. E se ke ya ipokellela silefera le kgauta. “Ha kgosi eo e se e dutse hodima terone ya mmuso wa yona, e tle e ingolle Molao ona o bukeng e bolokilweng ke baprista ba Balevi. Molao oo o be ho kgosi, e o bale ka matsatsi wohle a ho phela ha yona, e le hore e tle e ithute ho tshaba Morena Modimo wa lona, le ho boloka dipolelo tsohle tsa Molao, le ditaelo tsena, le ho di phetha. Kgosi e se ke ya ikgohomosetsa bana babo yona, e se ke ya kgeloha Molao, e le hore e tle e phele halelele mmusong wa yona, yona le bana ba yona, hara setjhaba sa Iseraele. “Baprista, e leng Balevi, ke hore ba morabe wohle wa Levi, ha ba na ho ba le seabo lefeng la Iseraele; ba tla ja dinyehelo tsa dijo le dimpho, le diabo tse etsetswang Morena. Balevi ha ba na ho ba le lefa jwaloka bana babo bona. Morena ke yena lefa la bona, jwalokaha a buile ho wena. “Tsena e tla ba diabo tsa baprista tse tswang ho setjhaba, tse tswang ho ba etsang dinyehelo tsa setjheso; e ka ba pholo kapa nku, ba tla nea moprista sephaka, le ditlhaha, le mohodu. O mo nee le dilopotsiya tsa dijo tsa hao, le tsa veine, le tsa ole, le tsa boya ba dinku tsa hao tse kutwang pele, hobane Morena Modimo wa hao, o mo kgethile hara merabe yohle, hore a sebeletse ka lebitso la Morena kamehla yohle, yena le bara ba hae. “Ha Molevi ya tswang motseng ofe kapa ofe wa naha yohle ya Iseraele, moo a jakileng teng, a lakatsa ka moya wa hae wohle ho tla sebakeng seo Morena a tla se kgetha, o tla sebeletsa ka lebitso la Morena Modimo wa hae, jwaloka bana babo ba Balevi, ba emeng moo, kapele ho Morena. O tla ja seabo se tshwanang le sa baprista ba bang, kahodimo ho hoo a ho fumanang ka ho rekisa dintho tsa hae. “Ha o fihla naheng eo Morena Modimo wa hao, a o neang yona, o se ke wa ithuta ho etsa manyala a tshwanang le a etswang ke ditjhaba tseo. Hara lona ho se fumanwe le ya mong ya fetisang mora wa hae kapa moradi wa hae hara mollo, ya sebedisang bohohe; eo e leng molepi wa dinako, kapa senohe, kapa moloi, kapa ya sebedisang dithatho, kapa ya buang le badimo, kapa moloi, kapa lethuela. Bohle ba etsang dintho tsena ke manyala ho Morena, mme ka baka la manyala ana Morena Modimo wa hao, o ba leleka kapele ho yena. Wena o tshepahale ka ho tlala ho Morena Modimo wa hao. “Leha ditjhaba tsena tseo o tla di hapa di kgolwa balepi ba dinako, le dinohe, empa ha e le wena, Morena Modimo wa hao, ha a o dumelle ho etsa jwalo. Morena Modimo wa hao, o tla hlahisa Moporofeta ya kang nna hara bana babo lona; le tle le mo mamele. Sena ke seo le neng le se kope ho Morena Modimo wa lona, ha le le thabeng ya Horebe, mohla letsatsi leo setjhaba se neng se phuthehile ka lona, la re: A re se hlole re utlwa lentswe la Morena Modimo wa rona hape; le mollo o moholo ona re se hlole re o bona hape, re tle re se ke ra shwa. “Morena o ne a re ho nna: Ba buile hantle. Ke tla ba hlahisetsa Moporofeta ya kang wena hara bana babo bona; ke tla mo ruta hore na a tle a reng, mme o tla ba bolella tsohle tseo ke tla mo laela tsona. Motho ya sa tlo mamela mantswe a ka, ao Moporofeta eo a tla a bua ka lebitso la ka, o tla ikarabella ho nna. Empa moporofeta ya tla re o bua ka lebitso la ka, feela a bua seo ke sa mo laelang hore a se bue; kapa ya tla bua ka lebitso la medimo e meng, moporofeta eo o tla shwa. “Mohlomong le ka nna la re ka dipelong tsa lona: Dipolelo tseo Morena a sa kang a di bua re tla di tseba jwang?>*** Ha moporofeta a bua ka lebitso la Morena, empa ntho eo a e buang e sa etsahale, e sa phethahale, ntho eo ke e sa buuwang ke Morena. Moporofeta eo o e buile ka boikakaso; le se ke la mo tshaba. “Ha Morena Modimo wa hao, a timetsa ditjhaba tseo a le neang naha ya tsona, le tla hapa naha eo ya tsona, le ahe metseng ya tsona le matlung a tsona. Le tla ikgethela metse e meraro naheng eo Morena Modimo wa lona, a le neang yona hore e be ya lona. Le lokise ditsela tse yang metseng eo, mme naha eo Morena Modimo wa lona, a le neang yona hore e be lefa la lona, le e arole dikarolo tse tharo, e be moo mmolai e mong le e mong a tla tshabela teng. “Mmolai ya tla tshabela moo, hore a ipholose, ke ya tjena: ke ya bolayang e mong e se ka morero, mme eo e ne e se sera sa hae ka nako e fetileng. Mohlala ke ona: haeba a eya morung le ngwanabo ho ya rema difate; ere ha a phahamisa selepe ho rema sefate, selepe seo se pshemohe mofenng, se rathe ngwanabo, ebe o a shwa, eo ke yena ya tla tshabela ho o mong wa metse ena, hore a pholohe. Mophetetsi wa madi a tsholotsweng a se ke a lelekisa mmolai eo, a sa ntsane a befile haholo, a mo tshwara, haeba tsela e le telele, a mmolaya; athe o ne a sa lokela ho shwa, hobane ka nako e fetileng e ne e se sera sa mmolauwa. Ka baka leo, ke le laela hore le ikgethele metse e meraro. “Haeba Morena Modimo wa lona, a atolosa meedi ya naha ya lona, jwalokaha a ile a hlapanyetsa bo-ntata lona, mme a le nea naha yohle eo a ileng a tshepisa hore o tla e nea bo-ntata lona; haeba le boloka melao yohle eo ke le laelang yona kajeno, le e phetha; le rata Morena Modimo wa lona, le tsamaya ditseleng tsa hae kamehla, teng he, le tla eketsa metse e meng e meraro hodima ena e meraro. Ho se be madi a se nang molato a tla tshollwa naheng eo Morena Modimo wa lona, a le neang yona hore e be lefa la lona; esere la jara molato wa ho tsholla madi. “Empa haeba motho e le sera sa motho e mong, a lalla motho eo, a mo tsohela matla, a mmolaya, eba o tshabela ho o mong wa metse ena; baholo ba motse wa habo ba tla romela batho ho mo lata moo, ba mo nee mophetetsi wa madi a tsholotsweng hore a mmolaye. O se ke wa mo tadima ka mohau, o mpe o hlakole sekgobo sa madi a se nang molato, a tsholotsweng naheng ya Iseraele, e le hore le tle le atlehe. “O se ke wa tlosa mokolokotwane wa moedi wa wa heno, o hlomilweng ke baholoholo naheng eo e leng lefa la hao, leo o tla le ja naheng eo Morena Modimo wa hao, a o neang yona hore e be ya hao. “Paki e le nngwe e ke ke ya hlahisa bopaki bo qosang motho malebana le bokgopo bofe kapa bofe, kapa malebana le sebe sefe kapa sefe seo a se etsang. Qoso e tla ahlolwa ho ya ka bopaki ba dipaki tse pedi kapa tse tharo. “Ha paki ya leshano e hlaha, e qosa motho ka hore o tlotse molao; bana ba babedi, ba qosanang, ba tla ema kapele ho Morena, le kapele ho baprista le baahlodi bao e leng bona nakong eo. Baahlodi ba tla hlahlobisisa taba eo ka hloko, mme haeba paki e le ya leshano, e qositse ngwanabo yona ka leshano; wena o tla e etsa seo e neng e hopotse ho se etsa ho ngwanabo yona, ebe o fedisa bokgopo bona hara lona. Ba bang ba tla utlwa, ba tshabe, mme ha ba sa tla etsa bokgopo bo kang bona hara lona. O se ke wa ba mohau; bophelo bo lefuwe ka bophelo, leihlo ka leihlo, leino ka leino, letsoho ka letsoho, le leoto ka leoto. “Ha le futuha, le eya ntweng ho ya lwantsha sera sa lona, mme le bona dipere le dikariki tsa ntwa, le batho ba le fetang ka bongata, le se ke la ba tshaba, hobane nna Morena Modimo wa lona, ya le nyolotseng naheng ya Egepeta, ke na le lona. “Ha le le lekgatheng la ho lwana, moprista o tla atamela, a bue le bahlabani, a re ho bona: Mamelang, lona Baiseraele! Kajeno le thulana le dira tsa lona ntweng. Le se ke la nyahama dipelo; le se ke la tshaba, kapa la ferekana, kapa la tshoswa ke dira. Morena Modimo wa lona, ke yena ya tsamayang le lona ho ya le lwanela, le ho le hlolela dira tsa lona, le ho le pholosa. “Jwale baokamedi ba tla bua le bahlabani, ba re: Na ho na le monna ya hahileng ntlo e ntjha, eo a eso e kgakole? Ha a kgutlele tlung ya hae, esere a bolawa ntweng, mme ya kgakolwa ke monna e mong. Na ho na le monna ya lemileng tshimo ya morara, ya eso je ditholwana tsa yona? Ha a kgutlele tlung ya hae, esere a bolawa ntweng, mme ditholwana tsa yona tsa jewa ke monna e mong. Na ho na le monna ya lebeleditseng morwetsana, ya eso mo nyale? Ha a kgutlele tlung ya hae, esere a bolawa ntweng, mme morwetsana eo a nyalwa ke monna e mong. Baokamedi ba tla bua le bahlabani hape, ba re: Na ho na le monna ya tshohileng, ya boi? Ha a kgutlele tlung ya hae, esere a nyahamisa bana babo dipelo, jwalokaha ya hae e nyahame. “Ha baokamedi ba qetile ho bua le bahlabani, ba tla kgetha balaodi ba mabotho ho a etella pele. “Ha le atamela motse oo le o futuhelang, le o tsebise dipallo tseo ho ka etswang kgotso ka tsona. Haeba motse oo o amohela dipallo tseo tsa kgotso, mme o le dumella hore le kene ho wona, batho bohle ba fumanwang ka ho wona e tla ba makgoba a lona, mme ba tla le sebeletsa. Empa haeba motse oo o sa amohele dipallo tseo tsa kgotso, o le lwantsha, le tla o etsetsa thibella. Ha Morena Modimo wa lona, a le neela motse oo matsohong, le bolaye e mong le e mong e motona ka sabole. Empa ha e le basadi, le bana, le dikgomo, le tsohle tse kahara motse, esita le kgapo yohle, le tla inkela tsona e le tse hapilweng, mme le tla ja kgapo ya dira tsa lona, eo Morena Modimo wa lona, a le neileng yona. “Le tla etsa jwalo ho metse yohle e hole le lona, eo e seng ya ditjhaba tsena. Empa ha e le metseng ya ditjhaba tsena tseo Morena Modimo wa lona, a le neang tsona hore e be lefa la lona, teng le se ke la siya letho le phelang. Ha e le Bahete le Baamore, Bakanana le Baperise, Bahife le Bajebuse, bona le ba timetse ho hang, jwalokaha Morena a le laetse; esere ba le ruta ho etsa manyala wohle a bona, ao ba a etseditseng medimo ya bona, mme yaba le sitelwa Morena Modimo wa lona. “Ha le etseditse motse thibella ka nako e telele, le o lwantsha hore le o hape, le se ke la senya difate tsa wona ka ho di rema ka selepe. Le ka nna la ja ditholwana tsa tsona, empa le se ke la di rema, hobane na sefate sa naha ke motho, hoo le ka se etsetsang thibella le sona? Ke difate feela tseo le tsebang hore hase difate tse ka jewang, tseo le ka di senyang, mme la di rema; ebe le haha metero ya ho thibella motse oo le lwanang le wona, ho fihlela o ineela. “Haeba ho fumanwa setopo sa motho ya bolailweng se rapaletse hara naha eo Morena Modimo wa hao, a o neang yona hore e be ya hao, mme ho sa tsejwe hore na motho eo o bolailwe ke mang; baholo ba setjhaba sa heno, le baahlodi ba heno ba tla tla, ba lekanye bolelele ba sebaka ho tloha setopong, ho ya fihla metseng e se potapotileng. Ha ho fumanehile hore na motse o haufi le setopo ke ofe, baholo ba motse oo ba tla nka kgomo ya sethole hara mohlape. Sethole seo e be se eso ka se thapiswa, se eso ka se panwa. Baholo ba motse oo ba tla theolela sethole seo ka kgohlong e nang le metsi a phallang, e eso ka e lengwa, kapa e eso ka e jalwa; ebe ba se robela molala kamoo ka kgohlong. Baprista, e leng bara ba Levi, ba tla atamela, hobane bona ba kgethilwe ke Morena Modimo wa hao, hore ba mo sebeletse, mme ba hlohonolofatse ka lebitso la Morena. Kgang efe kapa efe, le kotsi efe kapa efe, e tla ahlolwa ho ya ka qeto ya bona. Baholo bohle ba motse oo, o haufi le setopo sa motho ya bolailweng, ba tla hlapela matsoho a bona hodima sethole seo molala wa sona o ileng wa robelwa ka kgohlong. Ba tla re: Hase matsoho a rona a tsholotseng madi ana, le mahlo a rona ha a a ka a bona tshollo ena ya madi. Oho, Morena, ako tshwarele setjhaba sa hao sa Iseraele, seo o se lopolotseng. O se ke wa jarisa setjhaba sa hao sa Iseraele molato wa ho tsholla madi a se nang molato. Ba tla tshwarelwa molato wa ho tsholla madi. O tla tlosa madi ao a se nang molato, a tsholotsweng, hara lona, ha o etsa se nepahetseng mahlong a Morena. “Ha o eya ntweng, o futuhela dira tsa hao, Morena a neelana ka tsona matsohong a hao, o di etsa bathopuwa, mme hara bathopuwa o bona mosadi e motle, o utlwa o mo rata, mme o lakatsa ho mo nyala, o tla mo tlisa ka tlung ya hao. O tla beola hlooho ya hae, a sete le manala a hae. O tla hlobola diaparo tseo a thopilweng a di apere, a dule ka tlung ya hao kgwedi e tletseng a ntse a llela ntatae le mmae. Kamora moo o tla kena dikobong tsa hae, o ba monna wa hae, yena e be mosadi wa hao. Empa haeba o se o sa mo rate, o tla mo lokolla, a ikele moo a ratang. Feela ho hang o se ke wa mo rekisa hore o fumane tjhelete. O se ke wa mo etsa jwalokaha eka ke lekgoba, hobane o ile wa mo nyala ka ho mo qobella. “Ha monna a nyetse basadi ba babedi, e mong e le thatohatsi, e mong e le ya hloilweng, ba mo tswaletse bana, mme mora wa matsibolo e le wa ya hloilweng, mohla monna eo a arolelang bara ba hae lefa la tseo a nang le tsona, a se ke a re mora wa matsibolo ke wa mosadi wa thatohatsi, empa mora wa mosadi ya hloilweng e le yena wa matsibolo. O tla ananela mora wa matsibolo, wa mosadi ya hloilweng, a be a mo nee diabo tse pedi tsa dintho tsohle tseo a nang le tsona, hobane ke mora wa hae wa matswathaka, mme ditokelo tsa mora wa matsibolo ke tsa hae. “Ha monna a ena le mora ya manganga, ya sa utlweng ditaelo, ya sa mameleng ntatae, kapa ya sa mameleng mmae; ere leha ba mo kgalemela a sa ba mamele, ntatae le mmae ba tla mo tshwara, ba mo tlise ho baholo ba motse, kgorong ya motse wa habo. Ba re ho baholo ba motse: Mora enwa wa rona o manganga, ha a utlwe ditaelo, ha a re mamele. Ke monyollo le letahwa. Banna bohle ba motse ba tla mo tlepetsa ka majwe, a be a shwe. Kahoo o tla tlosa bokgopo ho wena, mme Baiseraele bohle ba tla utlwa, mme ba tshabe. “Ha monna a lokelwa ke lefu ka baka la molato wa hae, mme a bolawa, setopo sa hae se leketliswe sefateng; setopo seo sa hae se se ke sa qeta bosiu se ntse se leketlisitswe sefateng. Se hle se epelwe ka lona letsatsi leo, hobane ya leketlisitsweng sefateng o rohakilwe ke Modimo. O se ke wa silafatsa naha ya heno, eo Morena Modimo wa hao, a o neang yona hore e be lefa la hao. “E se ke yare ha o bona pholo ya motho e mong, kapa nku ya hae e lahleha, yaba o iphapanyetsa yona. Ruri eka kgona o e kgutlisetse ho yena. Empa haeba motho eo a se haufi le wena, kapa o sa tsebe hore na ke mang, o tla e isa sakeng la hao, e be moo ho wena ho fihlela motho eo a e batla, mme ebe o e kgutlisetsa ho yena. O tla etsa jwalo le ka tonki ya hae, o etse jwalo le ka seaparo sa hae, mme o tla etsa jwalo le ka dintho tsohle tse lahlehetseng motho e mong, tseo o di fumanang. O se ke wa iphapanyetsa tsona. “E se ke yare ha o bona tonki ya motho e mong, kapa pholo ya hae e bothisitse pela tsela, yaba o iphapanyetsa yona. Ruri eka kgona o mo thuse ho e tsosa. “Mosadi a se ke a apara seaparo sa banna, le monna a se ke a apara seaparo sa basadi, hobane e mong le e mong ya etsang dintho tsena ke manyala ho Morena Modimo wa hao. “Haekare o ntse o tsamaya tseleng wa tholla nonyana hodima sefate sefe kapa sefe, kapa fatshe, e ena le madinyane kapa mahe, mme nonyana eo e fuame madinyane kapa e alame mahe, o se ke wa ntshetsa nonyana eo le madinyane a yona. Ruri eka kgona o tlohele nonyana e fofe, empa madinyane wona o ka a ntshetsa, e le hore o tle o atlehe, mme o phele halelele. “Ha o haha ntlo e ntjha, dintshing tsa marulelo a yona a sepapetlwa o hahe motero o a potapotang, e le hore ntlo ya hao e se ke ya ba le molato wa ho tsholoha ha madi, haeba motho a ka wa a le hodima yona. “O se ke wa jala mefuta e mmedi ya dipeo tshimong ya hao ya morara, esere kotulo yohle ya seo o se jetseng, le ditholwana tsohle tsa morara, tsa o phonyoha. “O se ke wa lema ka pholo o e panne le tonki. “O se ke wa apara seaparo se lohilweng ka boya le sa lesela la lene. “O iketsetse ditjellane diqoleng tse nne tsa seaparo sa hao, seo o itshophang ka sona. “Ha monna a nyala mosadi, mme ere hoba a robale le yena a utlwe a se a mo tenne; ebe o mo qosa ka tseo e seng nnete, o mmua hampe, o re: Ke ile ka nyala mosadi enwa, empa ha ke qala ho robala le yena ke ile ka fumana e se e se morwetsana; ntatae le mmae ba tla hlahisa kapele ho baholo bopaki ba hore ke morwetsana, ba le kgorong ya motse. Ntata morwetsana o tla re ho baholo: Ke ile ka nea monna enwa moradi wa ka hore a mo nyale, empa o se a mo tenne. Jwale o mo qosa ka seo e seng nnete, o re: Ke fumane moradi wa hao e se e se morwetsana. Empa bopaki ba hore moradi wa ka ke morwetsana ke bona! Ba tla ala lesela kapele ho baholo ba motse. Jwale baholo ba motse ba tla tshwara monna eo, ba mo shape; ba be ba mo lefise silefera e ka etsang boima ba kilo e le nngwe ba e nee ntata morwetsana, hobane monna eo o sentse morwetsana wa Iseraele lebitso. Leha ho le jwalo, e tla nne e be mosadi wa hae, mme ha monna eo a ntse a phela a ke ke a hlala mosadi eo. “Empa haeba qoso ena e le ya nnete, ho sa fumanwe bopaki ba hore ngwanana eo ke morwetsana, ngwanana eo o tla iswa monyakong wa ntlo yabo ebe banna ba motse wa habo ba mo tlepeletsa teng ka majwe, a be a shwe, hobane o sitetswe Iseraele ka ho etsa bohlola a ntse a le lapeng labo. Ka mokgwa ona, o tla fedisa bokgopo kahara lona. “Haeba monna a fumanwa a feba le mosadi wa monna e mong, monna eo le mosadi eo ya neng a feba le yena, ba tla bolawa bobedi ba bona. Ka mokgwa ona, o tla fedisa bokgopo kahara lona. “Haeba morwetsana ya seng a lebeleditswe a teana le monna hara motse, mme monna eo a feba le yena, bobedi ba bona o tla ba ntshetsa kantle ho kgoro ya motse, ba tlepeletswe teng ka majwe, ba be ba shwe. Ngwanana a bolawe hobane ha a a ka a hlaba mokgosi le hoja a ne a le kahara motse, monna le yena a bolawe hobane a tlontlolotse mosadi wa monna e mong. Ka mokgwa ona, o tla fedisa bokgopo kahara lona. “Empa haeba monna eo a teana le morwetsana eo ya lebeleditsweng ba le hara naha, eba o a mmeta, mme o robala le yena, ho tla bolawa monna eo a le mong. Morwetsana yena ha o na ho mo etsa letho, kaha a sa etsa letho le lokelwang ke lefu. Ketso ena e tshwana le ya monna ya tsohelang motho e mong matla, eba o a mmolaya. Monna enwa o fumane morwetsana hara naha, mme leha eba morwetsana enwa ya lebeleditsweng a ne a ile a hlaba mokgosi, ho ne ho se ya ka mo thusang. “Haeba monna a fumana morwetsana ya sa lebeletswang, eba o a mmeta, o robala le yena, mme ketso eo ya bona e a hlahela; monna eo ya robetseng le morwetsana eo o tla lefa ntata morwetsana silefera e ka etsang boima ba halofo ya kilo e le nngwe, a be a mo nyale, hobane o mo dihile letswele. Ha monna eo a ntse a phela a ke ke a hlala mosadi eo. “Monna a se ke a nyala mohatsa ntatae, kapa a tlontlolla ntatae. “Monna eo makwalata a hae a pshatlehileng, kapa ya kgaotsweng botona, a se ke a dumellwa ho kena phuthehong ya Morena. “Ho ya fihla molokong wa leshome, ngwana ya tswetsweng ke batho ba mofuta o sa tshwaneng a se ke a dumellwa phuthehong ya Morena. “Moamone kapa Momoabe, kapa ditloholo tsa bona, ho ya fihla molokong wa leshome, ba se ke ba dumellwa ho kena ka phuthehong ya Morena kamehla yohle, hobane ha ba a ka ba le thusa ka dijo le ka metsi leetong la lona ha le etswa Egepeta. Hape ba ile ba le neella ka Bileame, mora wa Beore, ha le le Petore e Mesopotamia, hore a le rohake. Empa Morena Modimo wa lona, ha a a ka a namela Bileame, mme Morena Modimo wa lona, o ile a fetola thohako eo hore e be tlhohonolofatso ho lona, hobane Morena Modimo wa lona, a ne a le rata. O se ke wa sebeletsa kgotso ya bona kapa boiketlo ba bona ka matsatsi wohle a bophelo ba hao. “O se ke wa nyonya Moedomo, hobane ke ngwaneno. O se ke wa nyonya Moegepeta, hobane o ne o le mojaki naheng ya habo. Bana ba moloko wa boraro, ba tswetsweng ke bona, ba ka amohelwa phuthehong ya Morena. “Ha le le diahelong, ka nako eo le futuhetseng dira tsa lona ka yona, le kgese tsohle tse silafatsang. Haeba e mong wa lona a ka silafala bosiu, ka baka la ho ntshetsa metsi a bonna diphateng, o tla tswela kantle ho diahelo, a se ke a kgutlela ka ho tsona hape. Ha letsatsi le sekame o tla tola ka metsi, mme ha le se le diketse a ka kgutlela ka diahelong. “Kantle ho diahelo ho tla ba le sebaka se kgethetsweng hore ebe sa mohlabana. Hara thepa ya hao o be le kgarashwana, mme ha o tswela kantle ho ya ithoma, o qale ka ho tjheka mokoti wa ho ithomela, mme ha o qetile ho ithoma o kwahelle mantle a hao ka mokoting oo. Morena Modimo wa hao, o tsamaya le wena hara diahelo ho o sireletsa, le ho neelana ka dira tsa hao matsohong a hao. Diahelo tsa hao eka kgona di halalele, esere Morena a bona ho hong hara lona ho silafetseng, mme a le furalla. “Lekgoba le tshabetseng ho wena o se ke wa le kgutlisetsa ho monga lona eo le balehileng ho yena. O le tlohele le phele le wena ha hao, kapa le phele motseng ofe kapa ofe oo le ratang ho dula ho wona. O se ke wa le hatella. “Ho se be morwetsana wa Moiseraele kapa monna wa Moiseraele, ya ka etsang bootswa ka tempeleng. O se ke wa dumela hore tjhelete e lefang seotswa, kapa e lefang monna ya kgethetsweng ho etsetsa bohlola ka Tempeleng, e tliswe ka tlung ya Morena Modimo wa hao, ho lefella kano efe kapa efe. Bobedi ba dintho tsena ke manyala ho Morena Modimo wa hao. “O se ke wa lefisa ngwaneno tswala hodima seo o mo adimileng sona; e ka ba tswala ya tjhelete, kapa tswala ya dijo, kapa tswala ya eng le eng eo ho yeng ho lefiswe motho tswala ha e adimilwe. O ka lefisa moditjhaba tswala, empa ho ngwaneno o se ke wa batla tswala, e le hore Morena Modimo wa hao, a tle a o hlohonolofatse mesebetsing yohle eo o e etsang naheng eo o tla fihla ho yona hore e be ya hao. “Ha o etsetsa Morena Modimo wa hao kano, o se ke wa dieha ho e phethahatsa, hobane ruri Morena Modimo wa hao, o batla hore o e phethahatse; ho seng jwalo, e tla ba o entse sebe. Empa haeba o sa etsa kano, ha e tlo ba o entse sebe. Seo o se buileng ka molomo wa hao, o tla hlokomela hore o se etse. O se etse ho ya kamoo o ikanetseng Morena Modimo wa hao kateng; o fane ka nyehelo ha boithaopo jwalokaha o buile. “Ha o kena tshimong ya morara ya wa heno, o ka ja morara wa yona kamoo o ratang kateng, wa kgora, empa o se ke wa o tshela ka serotong sa hao. Ha o kena tshimong ya koro ya wa heno, o ka ja matshohlo, empa o se ke wa hela koro ya mohaeno. “Ha monna a nka mosadi, mme a mo nyala, eba hamorao o utlwa a se a sa mo rate, hobane a fumane ho hong hoo a sa ho rateng ho yena, o tla mo ngolla lengolo la tlhalo, a mo nee lona letsohong la hae, ebe o mo leleka lapeng ha hae. Mosadi eo o tla tswa lapeng la monna eo, mme a ka nyalwa ke monna e mong. Haeba monna wa bobedi le yena a se a sa mo rate, eba o mo ngolla lengolo la tlhalo, o mo nea lona letsohong la hae, o mo leleka lapeng ha hae; kapa haeba monna wa bobedi ya ileng a mo nyala a eshwa; monna yane wa hae wa pele, ya ileng a mo leleka, ha a tshwanele ho mo nka hape, a mo nyala, hoba mosadi eo o se a silafetse, hobane hoo ke manyala kapele ho Morena. O se ke wa tlisa sebe naheng eo Morena Modimo wa hao, a o neang yona hore e be lefa la hao. “Ha monna a qeta ho nyala, a se ke a tswa le bahlabani ha ba futuha; hape a se ke a laelwa ho etsa mosebetsi ofe kapa ofe. O tla lokollwa hore a qete selemo a le lapeng la hae, a ithabise le mosadi wa hae, eo a tswa mo nyala. “Ho se be ya ka reng motho a bee lelwala la hae, kapa tshilo ya hae paneng, hobane hoo ke hore motho a bee paneng ntho e mo phedisang. “Ha motho a fumanwa a utswa e mong wa bana babo, eo e leng wa bana ba Iseraele, a mo etsa lekgoba, kapa a mo rekisa, leshodu leo le tla bolawa, mme ebe o fedisa jwalo bokgopo hara lona. “Elang lefu la lepera hloko; le hlokomele ho etsa tsohle ho ya kamoo baprista, e leng Balevi, ba tla le ruta kateng. Ho ya kamoo ke ba laetseng kateng, le hlokomele ho etsa jwalo. Hopolang seo Morena Modimo wa lona, a neng a se etse ho Meriama, tseleng, ha le ne le etswa naheng ya Egepeta. “Ha o adima wa heno ntho efe kapa efe, o se ke wa kena ka tlung ya hae, ho ya lata seo a se beileng paneng. O eme kantle, mme motho eo o mo adimileng ho hong a o tlisetse seo a se beang paneng o le kantle. Haeba e le mofutsana, ntho eo a e beang paneng e se ke ya qeta bosiu ho wena. Ruri ha letsatsi le dikela, o e kgutlisetse ho yena, hore a tle a robale ka kobo ya hae, mme a o hlohonolofatse. Ho wena e tla ba o entse toka kapele ho Morena Modimo wa hao. “O se ke wa hatella mohlanka wa hao ya futsanehileng, ya hlokang; e ka ba ngwaneno, kapa e mong wa bajaki ba phelang motseng wa heno. O mo nee moputso wa hae wa letsatsi ka leng; letsatsi le se ke la dikela a eso o fumane, hobane ke mofutsana, mme o lebeletse moputso oo, e le hore a se ke a ipiletsa ho Morena ka baka la hao, mme ebe o entse sebe. “Bo-ntata ba ke ke ba bolawa ka baka la bana ba bona; le bana ba ke ke ba bolawa ka baka la bo-ntata bona. Motho e mong le e mong o tla bolaelwa sebe sa hae. “O se ke wa sotha kahlolo ya moditjhaba kapa ya kgutsana, mme o se ke wa nka seaparo sa mohlolahadi hore se bewe paneng. O mpe o hopole hore o ne o le lekgoba naheng ya Egepeta, mme Morena Modimo wa hao, a o lopolla teng. Ke ka baka lena ke o laelang ho etsa ntho ena. “Ha o hela koro ya hao tshimong ya hao, eba o lebala ngata hara tshimo, o se ke wa kgutlela hape ho ya e lata. E tla ba ya mojaki, kapa ya kgutsana, kapa ya mohlolohadi, e le hore Morena Modimo wa hao, a tle a o hlohonolofatse mosebetsing wohle oo o o etsang. “Ha o hlohlora ditholwana tsa sefate sa mohlwaare, o se ke wa boela wa se pheta kgetlo la bobedi. Tse setseng e tla ba tsa mojaki, kapa tsa kgutsana, kapa tsa mohlolohadi. “Ha o ekga morara serapeng sa hao sa morara, o se ke wa boela wa kgwahlapisa. O setseng e tla ba wa mojaki, kapa wa kgutsana, kapa wa mohlolohadi. O nne o hopole hore o ne o le lekgoba naheng ya Egepeta, mme ke ka baka lena ke o laelang ho etsa ntho ena. “Ha ho ena le tsekisano pakeng tsa banna, ba tla tla lekgotleng la boahlodi, mme baahlodi ba ba ahlolele. Ba tla lokolla ya se nang molato, ba ahlole ya molato. Haeba ya molato a lokela ho shapuwa, moahlodi o tla mo paqamisa, mme mo moahlodi a ntseng a bona, motho eo a shapuwe dithupa tse lekanang molato wa hae. Moahlodi a ka mo ahlolela dithupa tse mashome a mane, e seng ho feta moo, esere haeba di ka feta moo, a shapuwa dithupa tse ngata ho feta tsena, ngwaneno a tlontlolleha mahlong a hao. “E polang o se ke wa e tlama molomo. “Ha bana ba motho ba ahile mmoho, mme e mong wa bona a eshwa a se na mora, mosadi wa mofu a se ke a nyalwa ke eo e seng wa lelapa. Ngwanabo monna wa hae o tla mo kenela, a mo nke, e be mosadi wa hae, a phethe tshwanelo ya ngwanabo monna. Mora wa matsibolo eo a tla mmeleha, o tla reellwa ka mofu, e le hore lebitso la hae le se ke la timela hara Baiseraele. “Haeba monna eo a sa rate ho kenela mohatsa ngwanabo, mosadi eo wa ngwanabo o tla ya kgorong ya motse, ho baholo, mme a re: Ngwanabo monna ka o hana ho tsosa lebitso la ngwanabo setjhabeng sa Iseraele; ha a batle ho phetha tshwanelo ya hae ho nna. Jwale baholo ba motse wa habo ba tla mmitsa, ba bue le yena. Haeba a ngangella, a re: Ha ke rate ho mo kenela, mohatsa ngwanabo o tla atamela ho yena, moo baholo ba ntseng ba bona, a mo rodise seeta leotong, a mo tshwele ka mathe sefahlehong, a arabele, a re: Ho etswa tjena ka monna ya hanang ho tsosa ntlo ya ngwanabo! Setjhabeng sa Iseraele o tla rewa lebitso la Lelapa la monna ya rodisitsweng seeta. “Ha banna ba babedi ba lwana, mme mosadi wa e mong a kena dipakeng ho namolela monna wa hae, ha a ntse a tetekwa ke ya lwanang le yena, eba o otlolla letsoho la hae, o mo tshwara ka makwalata, o tla kgaola letsoho la mosadi eo, o se na mohau. “Ka mokotleng wa hao o se ke wa ba le mefuta e fapaneng ya majwe a lekanyang boima, ke ho re le leholo le le lenyenyane. Ka tlung ya hao o se ke wa ba le mefuta e fapaneng ya mafiswana a methang, ke ho re le leholo le le lenyenyane. O be le lejwe le bontshang boima, le nepahetseng, le sa hanyapetseng; o be le lefiswana le methang, le nepahetseng, le sa hanyapetseng, e le hore o tle o phele halelele naheng eo Morena Modimo wa hao, a o neang yona. E mong le e mong ya etsang dintho tse tjena, le e mong le e mong ya etsang ho sa lokang, ke manyala ho Morena Modimo wa hao. “Hopolang seo Baamaleke ba neng ba le etse sona, ha le le tseleng, le etswa naheng ya Egepeta, kamoo ba neng ba le futuhela tseleng kateng, ba bolaya ba neng ba saletse morao, ba bolaya le bohle ba neng ba fokola, ba le kamorao ho lona, ha lona le lapile, le kgathetse; ba ba bolaya ba sa tshabe Modimo. Etlare ha Morena Modimo wa lona, a se a le phomoditse direng tsohle tsa lona tse le potapotileng, naheng eo Morena Modimo wa lona, a le neang yona e le lefa, hore e be ya lona, le fedise lebitso la Baamaleke lefatsheng. Le se ke la ba la lebala! “Ha le se le fihlile naheng eo Morena Modimo wa lona, a le neang yona e le lefa, hore e be ya lona; le se le ahile ho yona, o tla nka dilopotsiya tsa ditholwana tsohle tse tswang mobung wa naha eo Morena Modimo wa lona, a le neang yona. O di kenye ka serotong, ebe o ya sebakeng seo Morena Modimo wa lona, a tla se kgetha hore a dule ho sona. O tla ya ho eo e leng moprista ka nako eo, o re ho yena: Kajeno ke bolela ho Morena Modimo wa ka, hore ke fihlile naheng eo Morena a neng a hlapanyetse bo-ntata rona hore o tla re nea yona. “Moprista o tla nka seroto matsohong a hao, a se bee fatshe kapele ho aletare ya Morena Modimo wa hao. Jwale wena o tla bua o le kapele ho Morena Modimo wa hao, o re: Ntate e ne e le Moarame wa moleleri, a theohela Egepeta, a jaka teng le batho ba mmalwana. Empa ha a se a le moo ya eba setjhaba se seholo, se matla, se sengata. Baegepeta ba re tshwara hampe, ba re hlorisa, ba re sebedisa ka thata. Yaba re llela Morena Modimo wa bo-ntata rona, mme Morena a utlwa sello sa rona, a bona matshwenyeho a rona, le mosebetsi wa rona o boima, le kgatello ya rona. Morena a re ntsha naheng ya Egepeta ka matla a hae a maholo, le ka letsoho le otlolohileng, le ka ditshoso tse kgolo, le ka dipontsho, le ka mehlolo. A re tlisa sebakeng sena, a re nea naha ena, e leng naha e phallang lebese le mahe a dinotshi. Jwale bona, ke tlisitse dilopotsiya tse tswang mobung oo o nneileng wona, Morena. O tla di bea fatshe, kapele ho Morena Modimo wa hao, o mo kgumamele. Wena, le ba lelapa la hao, le Molevi, le mojaki ya teng hara lona, le tla ithabisa ka tsena tsohle tse molemo, tseo Morena Modimo wa hao, a o neileng tsona. “Ka selemo sa boraro, e leng selemo sa ho ntsha karolo e le nngwe ho tse leshome, ha o qetile ho ntsha dikarolo tseo tsohle tsa tse leshome tsa kotulo ya hao, o di nee Molevi, le mojaki, le kgutsana, le mohlolohadi, hore le bona ba tle ba je, ba kgore, ba le setjhabeng sa heno. O tla bua o le kapele ho Morena Modimo wa hao, o re: Ke ntshitse dintho tse halalelang ka tlung, ke bile ke di neile Molevi, le mojaki, le kgutsana, le mohlolohadi, ho ya ka molao wohle wa hao, oo o ntaetseng wona. Ha ke a kgeloha melao ya hao, mme ha ke a e lebala. Ha ke a ja letho la tsona ha ke ntse ke le bofifing; kapa ka tlosa letho la tsona ha ke ntse ke le sesila; kapa ka nyehella bafu ka tsona. Ke mametse lentswe la Morena Modimo wa ka. Ke entse tsohle ho ya kamoo o ntaetseng kateng. Tadima tlase, o le leahong la hao le halalelang, le lehodimong, o hlohonolofatse Iseraele, setjhaba sa hao, le mobu oo o re neileng wona, e leng naha e phallang lebese le mahe a dinotshi, jwalokaha o ne o hlapanyetse bo-ntata rona. “Ka letsatsi lena, Morena Modimo wa hao, o o laela hore o phethe melao ena, le ditaelo tsena. Ka baka leo, o tla di boloka, o di phethe ka pelo ya hao yohle, le ka moya wa hao wohle. Kajeno o ikanetse hore Morena e tla ba Modimo wa hao, le hore o tla tsamaya ditseleng tsa hae, o boloke ditaelo tsa hae, le melao ya hae, le ditemoso tsa hae, mme o mamele lentswe la hae. Kajeno Morena o le amohetse hore le be setjhaba seo e leng sa hae, jwalokaha a le tshepisitse; le hore le boloke melao yohle ya hae. Ka thoriso, le ka botumo, le ka hlompho, o tla le phahamisetsa kahodimo ho ditjhaba tsohle tseo a di bopileng, e le hore le tle le be setjhaba se halalelang sa Morena Modimo wa hao, jwalokaha a tshepisitse.” Bo-Moshe le baholo ba Iseraele ba laela setjhaba, ba re: “Bolokang melao yohle eo ke le laelang yona kajeno. Mohla letsatsi leo ka lona le tshelang Jorodane, le kenang naheng eo Morena Modimo wa lona, a le neang yona, le hlome majwe a maholo, le a dile ka phepa. Ha le se le tshetse le ngole mantswe wohle a molao ona hodima majwe ao, e le hore le tle le kene naheng eo Morena Modimo wa lona, a le neang yona; e leng naha e phallang lebese le mahe a a dinotshi, jwalokaha Morena Modimo wa bo-ntata lona, a le tshepisitse. Ha le se le tshetse Jorodane, majwe ana le tla a hloma hodima thaba ya Ebale, le a dile ka phepa jwalokaha ke le laela kajeno. Le tla hahela Morena Modimo wa lona, aletare hona moo; e be aletare ya majwe, mme le se ke la a betla ka tshepe. Le tla haha aletare ena ya Morena Modimo wa lona, ka majwe a sa betlwang, mme hodima yona le etsetse Morena Modimo wa lona, dinyehelo tsa setjheso. Le etse le sehlabelo sa nyehelo ya teboho; le se jelle hona moo, mme le thabe kapele ho Morena Modimo wa lona. Hodima majwe ana le ngole mantswe wohle a molao ona ka mokgwa o bonahalang hantle.” Moshe, a ena le baprista, e leng Balevi, a bua le Baiseraele bohle, a re: “Tsie lala! Mamelang, lona Baiseraele! Ka letsatsi lena le se le le setjhaba sa Morena Modimo wa lona. Ka baka lena, le tla mamela lentswe la Morena Modimo wa lona, le phethe melao ya hae, le ditaelo tsa hae, tseo ke le laelang tsona kajeno.” Ka lona letsatsi leo Moshe a laela setjhaba, a re: “Ha le se le tshetse Jorodane, merabe ena, e leng ya Simeone, le ya Levi, le ya Juda, le ya Isakare, le ya Josefa, le ya Benjamine, e tla ema hodima thaba ya Gerisime, e hlohonolofatse setjhaba sena. Merabe ya bo-Rubene le Gade, le Ashere, le Sebulone, le Dane, le Nafthali, yona, e tla ema hodima thaba ya Ebale, e phatlalatse thohako. “Balevi ba tla howeletsa, ba re ho setjhaba sohle sa Iseraele: “ Ho rohakehe ya etsang setshwantsho se betlilweng, kapa se bopilweng ka tshepe, se entsweng ke matsoho a setsebi, mme a se kgumamela sephiring, e leng ntho e manyala ho Morena! “Setjhaba sohle se arabele, se re: A ho be jwalo! “ Ho rohakehe ya sa hlompheng ntatae kapa mmae. “Setjhaba sohle se re: A ho be jwalo! “ Ho rohakehe ya suthisang mokolokotwane wa mohahabo! “Setjhaba sohle se re: A ho be jwalo! “ Ho rohakehe ya kgelosang sefofu tseleng ya sona! “Setjhaba sohle se re: A ho be jwalo! “ Ho rohakehe ya sokamisang kahlolo ya mojaki, kapa ya kgutsana, kapa ya mohlolohadi! “Setjhaba sohle se re: A ho be jwalo! “ Ho rohakehe ya robalang le mosadi wa ntatae, hobane o hlompholla diphate tsa ntatae! “Setjhaba sohle se re: A ho be jwalo! “ Ho rohakehe ya robalang phoofolo! “Setjhaba sohle se re: A ho be jwalo! “ Ho rohakehe ya robalang le kgaitsedi ya hae, kapa le moradi wa ntatae, kapa le moradi wa mmae! “Setjhaba sohle se re: A ho be jwalo! “ Ho rohakehe ya robalang le mohwehadi wa hae! “Setjhaba sohle se re: A ho be jwalo! “ Ho rohakehe ya bolayang mohahabo ka sekgukgu! “Setjhaba sohle se re: A ho be jwalo! “ Ho rohakehe ya amohelang tjotjo, hore a bolaye motho, a tsholle madi a se nang molato! “Setjhaba sohle se re: A ho be jwalo! “ Ho rohakehe ya sa phethahatseng dipallo tsa molao ona ka ho di etsa! “Setjhaba sohle se re: A ho be jwalo! “Haeba o mamela lentswe la Morena Modimo wa hao ka hloko, o hlokomela ho phetha melao yohle ya hae, eo ke o laelang yona kajeno, Morena Modimo wa hao o tla o phahamisa ho feta ditjhaba tsohle tsa lefatshe. Mahlohonolo ana wohle e tla ba a hao, a o aparele, hobane o tla be o mamela lentswe la Morena Modimo wa hao: “O tla hlohonolofatswa motseng, o hlohonolofatswe le masimong. “Bana ba hao ba tla hlohonolofatswa, le ditholwana tsa naha ya heno, le tswala ya diphoofolo tsa hao, le manamane a dikgomo tsa hao, le tswala ya mehlape ya hao. “Seroto sa hao se tla hlohonolofatswa, le sejana sa hao sa ho dubela hlama. “O tla hlohonolofatswa ha o kena, o hlohonolofatswe ha o etswa. “Morena o tla etsa hore dira tsa hao, tse o tsohetseng matla, di hlolwe o ntse o di bona. Ha di o futuhela di tla tla di tsamaya ka tsela e le nngwe, empa ha di o baleha di tla phasaphasa ka tsela tse ngata. “Morena o tla hlohonolofatsa disiu tsa hao, le tsohle tseo o di etsang; a o hlohonolofatse naheng eo Morena Modimo wa hao a o neang yona. “Morena o tla o etsa setjhaba se halalelang sa hae, jwalokaha a o hlapanyeditse, haeba o boloka melao ya Morena Modimo wa hao, mme o tsamaya ditseleng tsa hae. Ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tla elellwa hore o bitswa ka lebitso la Morena, mme di tla o tshaba. Morena o tla o atlehisa haholo ka ho atisa bana ba hao, le manamane a dikgomo tsa hao, le ditholwana tsa masimo a hao, naheng eo Morena a e hlapanyeditseng bo-ntatao hore o tla o nea yona. “Morena o tla o bulela letlole la hae e leng lehodimo, a nesetse naha ya hao pula ka nako ya yona, a hlohonolofatse le mesebetsi yohle eo o e etsang. O tla adimana ka tsa hao ho ditjhaba tse ngata, empa wena o ke ke wa adima letho ho tsona. Morena o tla o etsa hlooho, e seng mohatla. O tla ba kahodimo, o ke ke wa ba katlase, haeba o mamela melao ya Morena Modimo wa hao, eo ke o laelang yona kajeno, hore o e hlokomele, mme le e phethe. O se ke wa kgeloha lentswe leha le le leng la mantswe ao ke o laelang wona kajeno. O se ke wa kgelohela ka ho le letona kapa ka ho le letshehadi, wa latela medimo e meng, wa e sebeletsa. “Empa haeba o sa mamele lentswe la Morena Modimo wa hao, o sa hlokomele ho phetha melao yohle ya hae, le ditaelo tsohle tsa hae, tseo ke o laelang tsona kajeno, dithahako tsena tsohle di tla ba hodima hao, di o kgomarele. “O tla rohakeha motseng, o rohakehe le masimong! “Seroto sa hao se tla rohakeha, le sejana sa hao sa ho dubela hlama! “Bana ba hao ba tla rohakeha, le ditholwana tsa naha ya heno, le manamane a dikgomo tsa hao, le tswala ya mehlape ya hao! “O tla rohakeha ha o kena, o rohakehe ha o etswa! “Morena o tla o romela bomadimabe, le pherekano, le ho hloka katleho mesebetsing yohle eo o e etsang, ho fihlela o timela, o eshwa hanghang, ka baka la diketso tsa hao tse kgopo, tseo o mphuraletseng ka tsona. “Morena o tla etsa hore lefu la sewa le o kgomarele, ho fihlela a o timetsa naheng eo o yang ho yona ho e hapa. Morena o tla o otla ka lefuba, le ka feberu, le ka mokgohlane, le ka motjheso o kang wa mollo, le ka komello, le ka moya o batang, le ka hlobo. Tsena di tla o salama ho fihlela o eshwa. Lehodimo le o okametseng le ke ke la nesa pula, mobu oo o tsamayang hodima wona o tla ba sengangata jwaloka tshepe. Bakeng sa pula, Morena o tla tlisetsa naha ya heno lerole; le tla theohela ho wena le etswa lehodimong, ho fihlela o timela. “Morena o tla etsa hore o hlolwe ke dira tsa hao. Ha o di futuhela o tla ya o tsamaya ka tsela e le nngwe, empa ha o di baleha o tla phasaphasa ka tsela tse ngata. O tla ba mmutladintjeng ho mebuso yohle ya lefatshe. Setopo sa hao se tla jewa ke matlaka, le dibatana tsa naha, mme ha ho motho ya tla di tshosa. “Morena o tla o otla ka mathopa jwaloka Baegepeta, le ka dihlahala, le ka lekgwekgwe, le ka lekgopho, mme tsena di ke ke tsa phekolwa. Morena o tla o otla ka bohlanya, le ka bofofu, le ka pherekano. O tla phopholetsa e le motsheare, jwalokaha sefofo se phopholetsa lefifing, mme ha ho letho leo o tla atleha ho lona. O tla hatellwa, o amohuwe tsa hao kamehla, empa ha ho ya tla o namolela. “O tla nyala mosadi, empa o tla robalwa ke monna e mong. O tla haha matlo, empa o ke ke wa phela ka ho wona. O tla lema dirapa tsa morara, empa o ke ke wa ja ditholwana tsa tsona. Pholo ya hao e tla hlajwa o ntse o e bona, empa o ke ke wa ja nama ya yona. O tla amohuwa tonki ya hao ka mahahapa, mme e ke ke ya hlola e kgutlisetswa ho wena. Nku ya hao e tla newa dira tsa hao, empa ha ho ya tla o namolela. Bara ba hao le baradi ba hao ba tla newa setjhaba se seng, moo o ntseng o bona; o tla ba hlolohelwa ka dinako tsohle, empa o se na matla a ho etsa letho. Ditholwana tsa naha ya heno, le matla wohle a hao, tsena di tla jewa ke setjhaba seo o sa se tsebeng, empa wena o tla hatellwa, o robokelwe kamehla. Tseo mahlo a hao a tla di bona di tla o hlantsha. Morena o tla o otla ka mathopa a tla o tswa mangweleng le ditlhafung, a ke keng a phekolwa. A tla o bereha ho tloha bohatong ba leoto, ho ya fihla hara hlooho. “Wena, hammoho le kgosi ya hao, eo o tla e bea teroneng, Morena o tla o isa setjhabeng seo wena le bo-ntatao le sa kang la se tseba, mme hona teng o tla sebeletsa medimo e meng ya lehong, le ya majwe. Hara ditjhaba tsohle, tseo Morena a tla o isa ho tsona, o tla ba setsoto, o be pale, o be mohlolo. “O tla jala peo e ngata tshimong, empa o tla kotula hanyenyane, hobane ditsie di tla e ja. O tla lema dirapa tsa morara, o o hlaolele, empa o ke ke wa nwa veine ya wona, kapa wa o kotula, hobane o tla jewa ke seboko. O tla ba le difate tsa mohlwaare hohle naheng ya heno, empa o ke ke wa itlotsa ka ole, hobane ditholwana tsa mohlwaare wa hao, di tla hlohloreha. O tla tswala bara le baradi, empa e ke ke ya eba ba hao, hobane ba tla ya bothopuweng. Difate tsohle tsa hao, le ditholwana tsa naha ya heno, di tla jewa ke ditsie. “Mojaki ya jakileng haeno o tla o phahamela haholoholo, empa wena o tla theohela tlasetlase. O tla adima tsa hae, empa wena o tla hloka seo o ka mo adimang sona. Yena e tla ba hlooho, empa wena o tla ba mohatla. “Dithohako tsena tsohle di tla ba hodima hao, di o salame, di o tshware, ho fihlela o timela, hobane o tla be o sa ka wa mamela lentswe la Morena Modimo wa hao; o sa ka wa boloka melao ya hae, le ditaelo tsa hae, tseo a o laetseng tsona. Dithohako tsena di tla ba hodima hao e le pontsho le mohlolo, di be le hodima ditloholo tsa hao kamehla yohle, hobane o tla be o sa ka wa sebeletsa Morena Modimo wa hao ka nyakallo, le ka pelo e thabileng, ka baka la ho raha ha hao ke monono. Ka baka leo, o tla sebeletsa dira tsa hao, tseo Morena Modimo wa hao, a tla o romella tsona, o lapile, o nyorilwe, o hlobotse, o hloka dintho tsohle. Di tla bea joko ya tshepe molaleng wa hao, ho fihlela di o timetsa. “Morena o tla o tlisetsa setjhaba se tswang hole, pheletsong ya lefatshe, se etla jwaloka ntsu ha e fofa; setjhaba seo o sa tsebeng puo ya sona; setjhaba se difahleho di tshabehang, se sa tlo kgathalla maqheku, kapa sa qenehela ba batjha. Se tla ja tswala ya diphoofolo tsa hao, le ditholwana tsa naha ya heno, ho fihlela se o timetsa. Ha se na ho o siela koro, kapa veine, kapa ole, kapa manamane a dikgomo tsa hao, kapa tswala ya mehlape ya hao, ho fihlela se o timetsa. Se tla thibella dikgoro tsa metse ya heno, ho fihlela marako a hao, a phahameng, a diqhobosheane, ao o a tshepang, a heleha naheng yohle ya heno. Se tla thibella dikgoro tsohle tsa heno, naheng eo Morena Modimo wa hao a o neileng yona. “Tsietsing ena ya ho thibellwa, eo dira di tla o etsetsa yona, o tla ja bana ba hao, e leng nama ya bara ba hao le ya baradi ba hao, bao o ba neilweng ke Morena Modimo wa hao. Monna ya bonolo, ya bokotswang haeno, o tla sheba ngwanabo, le mosadi wa hae eo a mo ratang haholo, le bana ba hae ba sa setseng, ka leihlo le lebe. A ke ke a fa ofe kapa ofe wa bona, nama ya bana ba hae, bao a tla ba ja, hobane ha a sa saletswe ke letho ka baka la thibella ena, le tsietsi ena eo dira di tla o etsetsa yona dikgorong tsohle tsa metse ya hao. Mosadi ya bonojwana, ya bokotswang haeno, ya neng a ke ke a leka le ho hata fatshe ka baka la bonolo ba hae, le ho bokotswa, o tla sheba monna wa hae, eo a mo ratang haholo, le mora wa hae, le moradi wa hae, ka leihlo le lebe. Kobo ya ngwana wa hae wa lesea, e tswang pakeng tsa dinoka tsa hae, o tla e ja ka lekunutu; a je esita le bana bao a ba tswetseng, hobane a hloka tsohle, ka baka la thibella ena le tsietsi ena, eo dira tsa hao di tla o etsetsa yona dikgorong tsohle tsa metse ya heno. “Haeba o sa hlokomele ho phetha mantswe wohle a molao ona, a ngotsweng bukeng ena, le ho tshaba lebitso lena le tlotlehang, le tshabehang, la Morena Modimo wa hao, Morena o tla o otla ka mafu a sewa a makatsang, wena le ditloholo tsa hao; e be mafu a sewa a maholo, a sa foleng, le malwetse a bohloko, a sa foleng. Hape o tla o tlisetsa mafu wohle a Egepeta, ao o neng o a tshaba, mme a tla o kgomarela; hapehape le malwetse wohle, le diwa tsohle tse sa ngolwang Bukeng ya Molao ona. Morena o tla o tlisetsa tsona, ho fihlela o timela. Le tla sala le le mmalwana ka palo, le hoja le ne le le letshwele le lekaalo ka dinaledi tsa lehodimo, hobane ha o a ka wa mamela lentswe la Morena Modimo wa hao. “Jwalokaha Morena a ne a thabele ho le atlehisa, le ho le ngatafatsa, ka mokgwa o jwalo Morena o tla thabela ho le timetsa, mme le tla tloswa lefatsheng leo le yang ho lona hore e be la lona. Morena o tla le qhalakanya hara ditjhaba tsohle, ho tloha pheletsong e nngwe ya lefatshe, ho isa pheletsong e nngwe ya lefatshe, mme hona moo le tla sebeletsa medimo e meng, eo lona le bo-ntata lona le sa kang la e tseba, e leng ya lehong le ya lejwe. Hara ditjhaba tseo le ke ke la fumana boiketlo, le maoto a lona a tla hloka moo a ka hatang teng. Morena o tla etsa hore dipelo tsa lona di tshwenyehe, mahlo a lona a fifale, meya ya lona e hlomohe. Le tla phela ka matswalo, le be le tshabo motsheare le bosiu, le se ke la phela ka boiketlo. Hoseng le tla re: Hoja e ne e le ka phirimana! Ka phirimana le re: Hoja e ne e le hoseng! e le ka baka la tshabo eo dipelo tsa lona di tla tshaba ka yona, le ka baka la tseo le tla di bona ka mahlo a lona. Morena o tla le kgutlisetsa Egepeta hape ka dikepe, ka tsela eo ke ileng ka bua ka yona ho lona, ka re: Le ke ke la hlola le e bona hape. Teng le tla ithekisa ho dira tsa lona hore le be makgoba le makgabunyane, empa ha ho ya tla le reka.” Ana ke wona mantswe a selekane seo Morena a neng a laele Moshe hore a se etse le bana ba Iseraele ha ba le naheng ya Moabe; e le se seng hape, ntle ho seo a neng a se etse le bona ha ba le thabeng ya Horebe. Moshe a bitsa Baiseraele bohle, a re ho bona: “Ka mahlo a lona le bone tsohle, tseo Morena a ileng a di etsa naheng ya Egepeta, ho Faro, le ho bahlanka ba hae bohle, le naheng ya hae yohle; e leng meleko e meholo eo le e boneng ka mahlo a lona, le dipontsho tse kgolo, le mehlolo e meholo. Empa ho fihlela le kajeno Morena ha a eso le nee dikelello tse utlwisisang, le mahlo a bonang, le ditsebe tse utlwang. Ka dilemo tse mashome a mane ke ile ka le etella pele lehwatateng, empa diaparo tsa lona ha di a ka tsa taboha, le dieta tsa lona ha di a ka tsa fela. Ha le a ka la ja bohobe, ha le a ka la nwa veine kapa jwala, e le hore le tle le tsebe hore ke nna Morena Modimo wa lona. “Ha le fihla sebakeng sena, Sihone, kgosi ya Heshebone, le Oge, kgosi ya Bashane, ba ile ba re futuhela, ba re lwantsha, empa ra ba hlola. Ra hapa naha ya bona, mme ra e nea ba morabe wa Rubene, le wa Gade, le karolo e nngwe ya morabe wa Manase, e le lefa. “Ka baka lena he, bolokang mantswe a selekane sena, le a phethe, e le hore le tle le atlehe ho tsohle tseo le di etsang. “Kajeno lena, bohle le eme kapele ho Morena Modimo wa lona: mahosana a merabe ya lona, baholo ba setjhaba sa lona, le balaodi ba lona, le banna bohle ba Iseraele, bana ba lona, basadi ba lona, le bajaki ba kahara diahelo tsa lona, ho tloha ka motho ya rwallang, ho isa ho ya kgang metsi. Le kena selekaneng sa Morena Modimo wa lona, le kanong ya hae, eo Morena Modimo wa lona a e etsang ho lona kajeno; hore a tle a le etse setjhaba sa hae, yena e be Modimo wa lona jwalokaha a ile a bua ho wena, le kamoo a ileng a hlapanyetsa bo-ntata lona Aborahama, Isaka, le Jakobo. Hase le lona feela a etsang selekane sena le kano ena, empa o di etsa le bohle ba nang le rona kajeno, kapele ho Morena Modimo wa rona, esita le bohle bao kajeno ba esong ho tswalwe. “Le tseba kamoo re neng re ahile kateng Egepeta, le kamoo re fetileng hara ditjhaba tseo re fetileng hara tsona. Le bone manyala a tsona, le medimo ya tsona ya bohata, ya lehong, le ya lejwe, le ya silefera, le ya kgauta, e neng e le hara tsona. Hara lona ho se be monna kapa mosadi, kapa ba lelapa, kapa ba morabe, bao kajeno dipelo tsa bona di ka furallang Morena Modimo wa rona, mme ba ya ho sebeletsa medimo ya ditjhaba tseo, esere mohlomong hara lona ha eba le mothapo o behang leshokgwa le lengana. “Ho se be eo ereng ha a utlwa mantswe a kano ena, a re: Ke tla phela ka kgotso, leha nka latela boithatelo ba pelo ya ka, hobane ba kgopo le ba lokileng ba tla timela ka ho tshwana. Morena a ke ke a mo tshwarela, empa kgalefo ya Morena le lefufa la hae di tla tlokomela monna eo. Dithohako tsohle tse ngotsweng kahara buka ena, di tla mo wela hodima. Morena o tla fedisa lebitso la hae lefatsheng. Hara merabe yohle ya Iseraele, Morena o tla mo kgethollela hore a timetswe, ho ya ka dithohako tsohle tse ngotsweng Bukeng ya Molao. “Meloko e tlang, e leng ditloholo tsa lona tse tla tswalwa, le mojaki ya tswang naheng e hole, ba tla bona diwa tsa naha ena, le malwetse a yona, ao Morena a e otlang ka wona. Mobu o tla fetoha sebabole le letswai, naha yohle e be letswatlare le tjheleng, le sa jalwang, le sa beheng, le se nang jwang, jwalokaha ho ne ho timetswa Sodoma le Gomora, le Adema le Seboime, tseo Morena a neng a di timetse ha a halefile, a le bohalehale. Jwale ditjhaba tsohle di tla re: Ke ka baka lang, ha Morena a entse naha ee tjee? Kgalefo e kaalekaale e bolelang?>*** “Batho ba tla re: Ke hobane ba furaletse selekane sa Morena Modimo wa bo-ntata bona, seo a ileng a se etsa le bona ha a ne a ba ntsha naheng ya Egepeta. Ba ile ba ya sebeletsa medimo e meng, ba kgumamela medimo eo ba sa e tsebeng, eo a sa kang a ba nea yona. Ka baka leo, kgalefo ya Morena e ile ya tlokomela naha eo, a e tlisetsa dithohako tsohle tse ngotsweng kahara buka ena. Morena a halefa, a ba bohalehale, a ba phahla naheng ya bona, mme ka kgalefo e kgolo a ba lelekela naheng esele moo ba ntseng ba le hona teng le kajeno-ya-bokajeno. “Diphiri tsohle ke tsa Morena Modimo wa rona, empa dintho tse senotsweng ke tsa rona, le tsa bana ba rona kamehla yohle, e le hore re phethe dipallo tsohle tsa Molao ona. “Ha dintho tsena di se di etsahetse ho lona, e leng ditlhohonolofatso le dithohako tseo ke le baletseng tsona, mme le di nahana ha le le ditjhabeng tsohle tseo Morena Modimo wa lona, a le leleketseng ho tsona, lona le bana ba lona, le tla kgutlela ho Morena Modimo wa lona, mme le tla mamela lentswe la hae ka dipelo tsa lona tsohle, le ka maikutlo a lona wohle, ho latela tsohle tseo ke le laetseng tsona kajeno. Morena Modimo wa lona, o tla le kgutlisa bothopuweng, a le hauhele, mme a boele a le phuthe ditjhabeng tsohle tseo Morena Modimo wa lona, a le qhalanyeditseng hara tsona. Leha eba ba bang ba lona ba ka lelekelwa dibakeng tse holehole tsa lefatshe, Morena Modimo wa lona, o tla ba phutha hona moo, mme a ba late hona teng. Morena Modimo wa lona o tla le kgutlisetsa naheng eo e neng e le ya bo-ntata lona, e be ya lona. Morena o tla le atlehisa, a le ngatafatse ho feta bo-ntata lona. Morena Modimo wa lona, o tla bolotsa dipelo tsa lona, le dipelo tsa bana ba lona hore le rate Morena Modimo wa lona, ka dipelo tsa lona tsohle, le ka maikutlo a lona wohle, e le hore le tle le phele. Morena Modimo wa lona, o tla otla dira tsa lona, le ba le hloileng, le ba le hlorisang, ka dithohako tsena tsohle. Le tla kgutla, le mamele lentswe la Morena, mme le phethe melao yohle ya hae, eo ke le laelang yona kajeno. Morena o tla le atlehisa mesebetsing yohle eo le e etsang, a atise bana ba lona, le tswala ya diphoofolo tsa lona, le ditholwana tsa masimo a lona haholo. Morena o tla boela a thabela ho le atlehisa haholo, jwalokaha a ile a thabela ho atlehisa bo-ntata lona. Feela le mamele lentswe la Morena Modimo wa lona, le boloke melao le ditaelo tsa hae, tse ngotsweng Bukeng ena ya Molao, mme le kgutlele ho Morena Modimo wa lona, ka dipelo tsa lona tsohle, le ka maikutlo a lona wohle. “Molao ona oo ke le laelang wona kajeno, ha o a pateha, mme ha o hole le lona. Ha o lehodimong, hoo le ka reng: Ke mang ya tla re ela lehodimong, a re tlisetse wona, mme a re rute wona, re tle re o phethe?>*** Ha o ka nqane ho lewatle, hoo le ka reng: Ke mang ya tla re tshelela lewatle, a re tlisetse wona, mme a re rute wona, re tle re o phethe?>*** Molao ona o haufi haholo le lona, o malemeng a lona, o ka dipelong tsa lona; ho salang feela ke hore le o phethe. “Bonang, kajeno ke beile kapele ho lona bophelo, le lehlohonolo, le lefu le bomadimabe. Kajeno ke le laetse hore le rate Morena Modimo wa lona, le tsamaye ditseleng tsa hae, le boloke melao ya hae, le ditaelo tsa hae, le ditemoso tsa hae, e le hore le tle le phele, mme le ate. Morena Modimo wa lona, o tla le hlohonolofatsa naheng eo le yang ho yona, hore e tle e be ya lona. “Empa haeba dipelo tsa lona di mphuralla, le sa mamele, le kgumamela medimo e meng, le e sebeletsa; kajeno ke le bolella hore ruri le tla timela. Le ke ke la phela halelele naheng eo le tshelang Jorodane le eya ho yona, hore e be ya lona. “Kajeno lehodimo le lefatshe ke dipaki tsa ka tsa hore ke beile kapele ho lona bophelo le lefu, tlhohonolofatso le thohako; ka baka leo, ikgetheleng bophelo, e le hore lona, le bana ba lona, le tle le phele. Le rate Morena Modimo wa lona, le mamele lentswe la hae, le mo kgomarele, hobane ke yena ya le phedisang, ya lelefatsang matsatsi a ho phela ha lona, e le hore le tle le ahe naheng eo Morena a hlapanyeditseng bo-ntata lona Aborahama, Isaka, le Jakobo, hore o tla le nea yona.” Moshe a ya, a bua mantswe ana ho Baiseraele bohle. A re ho bona: “Kajeno ke na le dilemo tse lekgolo le mashome a mabedi. Ke se ke sitwa ho ya kae kapa kae, mme Morena o itse ho nna: Wena ha o ka ke wa tshela Jorodane. Ke Morena Modimo wa lona, ya tla tshela a le eteletse pele. O tla timetsa ditjhaba tsena tse kapele ho lona, le hape naha ya tsona. Joshua ke yena ya tla tshela a le eteletse pele, jwalokaha Morena a buile. Seo Morena a neng a se etse ho Sihone le ho Oge, dikgosi tsa Baamore, tseo a neng a di timetse, a ba a se etsa le naheng ya tsona, le ho ditjhaba tsena o tla se etsa. Morena o tla le neela tsona, mme le tle le di etse ho ya ka ditaelo tsohle tseo ke le laetseng tsona. Tsohang molota, le be sebete; le se ke la di tshaba kapa la di tshoha, hobane Morena Modimo wa lona, ke yena ya tsamayang le lona. A ke ke a le lahla kapa a le furalla.” Moshe a bitsa Joshua, mme moo Baiseraele bohle ba ntseng ba bona, a re ho yena: “Tsoha molota, o be sebete, hobane ke wena ya tla tsamaya le setjhaba sena, ho ya kena naheng eo Morena a neng a hlapanyetse bo-ntata sona, hore o tla se nea yona. Wena o tla etsa hore se e je lefa. Ke Morena ya tla o etella pele. O tla ba le wena; a ke ke a o lahla kapa a o furalla. O se ke wa tshaba kapa wa tsieleha.” Moshe a ngola Molao ona, a o nea baprista, e leng bara ba Levi, ba neng ba jara areka ya selekane sa Morena; a o nea le baholo bohle ba Iseraele. Moshe a ba laela, a re: “Qetellong ya selemo sa bosupa, ka nako e beetsweng ho leballana melato, ka mokete wa maphephe, ha Baiseraele bohle ba tlilo hlaha kapele ho Morena Modimo wa lona, sebakeng seo a tla se kgetha, le bale Molao ona moo Baiseraele bohle ba leng teng, mme ba ntseng ba utlwa. Le phuthe batho: banna, le basadi, le bana, le bajaki ba teng metseng ya lona; e le hore ba tle ba utlwe, le hore ba tle ba ithute, ba tshabe Morena Modimo wa lona, mme ba hlokomele ho phetha dipallo tsohle tsa Molao ona. Le bana ba lona, ba esong ho tsebe Molao ona, ba tle ba utlwe, ba ithute ho tshaba Morena Modimo wa lona, ka matsatsi wohle ao le tla a phela naheng eo le tshelang Jorodane hore e be ya lona.” Morena a re ho Moshe: “Bona, matsatsi a ho shwa ha hao a ntse a atamela. Bitsa Joshua, o tle le yena ka Tenteng ya Morena, mme ke tla mo nea taelo.” Bo-Moshe le Joshua ba ya, ba kena ka Tenteng ya Morena. Morena a hlaha ka Tenteng, a le kahara leru le lopaletseng. Leru leo le lopaletseng la ema monyako wa Tente. Yaba Morena o re ho Moshe: “Bona, o se o tla ithoballa le bo-ntatao, empa setjhaba sena se tla hloka botshepehi ho nna, se kgelohe, se latele medimo e meng ya baditjhaba ba naha, seo se yang ho phela hara bona. Se tla mphuralla, se kwenehele selekane sa ka, seo ke se entseng le sona. Mohlang hoo ho etsahalang, ke tla se halefela haholo, ke se furalle, ke se patele sefahleho sa ka. Se tla timela, se hlahelwe ke bomadimabe bo tshabebang le ditsietsi tse ngata. Mohlang oo se tla re: Na hase hobane Modimo wa rona a le siyo kahara rona, ha e le moo re hlahelwa ke bomadimabe boo?>*** Empa ruri ke tla pata sefahleho sa ka mohlang oo, ka baka la bokgopo bohle boo se bo entseng, hobane se latetse medimo e meng. “Ka baka leo, ingolle sefela sena, o se rute bana ba Iseraele. Ba se tsebe ka hlooho, e le hore sefela sena e tle e be paki ya ka, e tswang bana ba Iseraele. Ke tla ba fihlisa naheng eo ke neng ke e hlapanyetse bo-ntata bona, e phallang lebese le mahe a dinotshi, mme ba tla ja, ba kgore, ba none. Empa ba tla latela medimo e meng, ba e sebeletse, ebe ba a nnyedisa, ba kwenehela selekane sa ka. Etlare ha bomadimabe bo tshabehang, le ditsietsi tse ngata di ba wetse hodimo, ebe sefela sena e ba paki e ba tswang, hobane ditloholo tsa bona di tla be di sa lebala ho se bina. Ke se ke ntse ke tseba mehopolo eo ba e hopolang kajeno, le pele ke ba fihlisa naheng eo ke neng ke e hlapanyetse bo-ntata bona.” Ka lona letsatsi leo Moshe a ngola sefela sena, a se ruta bana ba Iseraele. Morena a laela Joshua, mora wa Nune, a re: “Tsoha molota, o be sebete, hobane ke wena ya tla fihlisa bana ba Iseraele naheng eo ke ba hlapanyeditseng yona. Ke tla ba le wena.” Yare ha Moshe a qetile ho ngola mantswe a Molao ona bukeng, a laela Balevi, bajari ba areka ya selekane sa Morena Modimo wa bona, a re: “Nkang Buka ena ya Molao, le e bee pele areka ya selekane sa Morena Modimo wa lona, e le hore e be moo, e le paki e le tswang. Ke tseba kamoo le fetohang kateng, le kamoo le leng manganga kateng. Bonang, esita le kajeno, ke ntse ke phela le lona tjena, le nnile la fetohela Morena. Jwale le tla mo fetohela hakae, ha ke se ke shwele? Mpitsetseng baholo bohle ba merabe ya lona, le baokamedi ba lona, mme ke tla bua mantswe ana moo ba ntseng ba utlwa. Lehodimo le lefatshe e tla ba dipaki tse le tswang. Ke a tseba hore kamora lefu la ka ruri le tla itshilafatsa, le kgelohe tsela eo ke le laetseng yona. Hamorao bomadimabe bo tla le wela hodimo, ha le etsa bokgopo mahlong a Morena, le mo halefisa ka mesebetsi eo le e etsang.” Yaba Moshe o bolella phutheho yohle ya bana ba Iseraele mantswe a sefela sena, moo ba ntseng ba utlwa, ho fihlela a a qeta. “Sekehang tsebe, lona mahodimo, mme ke tla bua; lefatshe le ke le utlwe polelo tsa molomo wa ka. Thuto tsa ka di tla rotha jwaloka pula, polelo tsa ka di monyele jwaloka phoka, jwaloka lefafatsane hodima jwang bo botalana, le jwaloka modupe hodima dijalo. “Ke tla phatlalatsa lebitso la Morena; lona le thoholetse boholo ba Modimo wa rona. “Yena ke Lefika, mosebetsi wa hae o hloka kodi, ditsela tsohle tsa hae di na le toka; ke Modimo ya tshepahalang, ya se nang bokgopo; o lokile, mme o nepa kamehla. “Ba itshilafaditse, ha e sa le bana ba hae, ba dikodi, ke moloko o kgelohang, o kgopo. Le buseletsa Morena ka mokgwa o tjee, lona tjhaba sa dithoto, tjhaba sa ditseketseke? Na hase yena Ntata lona le Mmopi wa lona? O le bopile, a le etsa setjhaba. “Hopolang mehla ya kgalekgale, nahanang mengwaha ya meloko ya pele, botsang bo-ntata lona, mme ba tla le jwetsa, baholo ba lona ba tla le bolella. Ha Radiphahama a aba, a abela matjhaba dinaha, a arola bana ka merabe ya bona, a na a sehela ditjhaba meedi, ho ya ka palo ya bana ba Iseraele. Seabo sa Morena ke setjhaba sa hae, Jakobo ke karolo ya lefa la hae. “A na a mo fumana a lelera lehwatateng, feelleng le bodutu la dipukupuku; a mo sireletsa, a mo baballa, a mo hlokomela seka thaka ya leihlo. Jwaloka ntsu e phaphamisa madinyane a yona, e a okaokela, e thathalatsa mapheo, e hloibile madinyane a yona, e a jara ka mapheo a yona, Morena a mo tataisa a le inotshi, a sa thuswe ke medimo e meng. “A mo etsa mmusi wa phahama tsa lefatshe, a phela ka ho ja mabehwa-ke-naha; a mo momontsha mahe a dinotshi a etswa lefikeng, a mo fa ole e etswa fikeng la moralla; sereledi ya eba sa serema sa kgomo, lebese ya eba le mafura la dinku, mafura ya eba a dikonyana, dipheleu le dipodi ya eba tsa Bashane, koro ya eba e lefi le thata, a nwa lero la morara le lefubedu. “Jakobo a ja, a kgora, Jeshurune a nona, a ba a penya, a lahla Modimo e le Mmopi wa hae, a nyedisa Fika le mo pholositse. Ba mo phephetsa ka medimo e meng, ba mo halefisa ka manyala a medingwana. Ba etsa mahlabelo, ba a etsetsa bademona, e seng Modimo, ba hlabela medimo eo ba sa kang ba e tseba, ba hlabela medimo e metjha, medimo eo bo-ntata bona ba sa kang ba e tshaba. Ha le a tsotella Fika le le emotse, le lebetse Modimo, Mmopi wa lona. “Morena a bona hona, mme a ba nyonya, a lahla bara le baradi ba hae. Ke tla ba patela fahleho sa ka, ha rialo Morena, ke bone na ba tla fella kae; ke moloko o kgelohileng, wa bana ba hlokang botshepehi. Ba mphepheditse ka hoo e seng Modimo, ba nkgalefisa ka medimo ya mafeela; ke tla ba phephetsa ka bao e seng setjhaba, ke ba halefise ka tjhaba se hloka kelello. Kgalefo ya ka e tuka malakabe, e tlokoma ho ya fihla Nqalong ya Bafu, e timetsa lefatshe le tsa lona, e tjhesa le metheo ya dithaba. “ Ke tla ba dihela bomadimabe hodimo, metsu ya seqha sa ka e felle hodima bona. Sekoboto, feberu le sewa di tla ba qeta, ke romele dibatana di ba harole, le mahloko a dihahabi tsa lefatshe. Sabole e tla ja bana mabaleng, e timetse ngwana le moshanyana, lesea le leqheku ka ho tshwana, ka matlung teng ho buse tshabo. Ke ne ke itse ke tla ba hasanya, bitso la bona le fediswe hara batho, hoja ha ke tswafe ho thabisa sera, sa tshoha se ithorisa, se re: Ke ka matsoho a rona re ba hlotseng, hase Morena ya entseng tsena tsohle. “Ke tjhaba se hlokang kelello, kutlwisiso ha e yo ho sona. Ha se ne se le bohlale, se utlwisisa, se ne se tla lemoha pheletso ya sona. Motho a ka phaladisa sekete a le inotshi? Ba babedi ba lelekisa di le leshome, Fika la bona le sa ba rekisa, Morena a sa neelana ka bona? Fika la bona ha e ke Fika la rona, le dira tsa rona di ka re pakela. Ke makala a morara wa Sodoma, a kgethutswe masimong a Gomora; morara wa yona o tletse mahloko, masihla a yona a a baba ha a jewe. Veine ya teng ke tjhefo ya dihahabi, ke mahloko a bohale a bo-marabe. “Na tsee ha di a bolokwa sesiung sa ka, tsa bitiellwa letloleng la ka? Phetetso le puseletso ke tsa ka, mohla maoto a bona a kgetshemelang; tsatsi la tlokotsi ya bona le atametse, timelo ya bona e potlakile. “Morena o tla ahlola, a ahlolele tjhaba sa hae, a utlwele bahlanka ba hae bohloko, ha a bona matla a bona a fedile, a sa siye mothopuwa kapa molokolohi. O tla botsa: E kae medimo ela ya bona, “lefika” leo ba tshabetseng ho lona; medimo e jeleng mafura a mahlabelo a lona, e nweleng veine ya dinyehelo tsa lona? Medimo eo a e tsohe e le thusetse, medimo ya lona e le sireletse. “ Bona, ke nna eo e ntseng e le yena, ha ho Modimo e mong. Ke a timetsa, ke a phedisa, ke a hlatha, ke a fodisa, ha ho ya ka namolelwang matsohong a ka. Ke supa hodimo, ke a ikana, nna ya phelang kamehla ke a hlapanya: Ke tla leotsa sabole ya ka ya lebenyane, ke tshware kahlolo ka letsohong la ka, ke iphetetse ho dira tsa ka, ba ntlhoileng ke ba buseletse. Metsu ya ka e tla rotha madi a bona, sabole ya ka e tla kganathela dinama, e tlale madi a babolauwa le bathopuwa, e ebole mahata a ba direng. “Lona mahodimo thoholetsang le yena; o phetetsa madi a bahlanka ba hae, o buseletsa ba mo hloileng. O tshwarelwa tjhaba sa hae le naha ya sona.” Jwale Moshe, a ena le Joshua mora wa Nune, a tla, a phetela setjhaba mantswe wohle a sefela sena. Ha Moshe a qetile ho phetela Baiseraele mantswe ana wohle a sefela sena, a re ho bona: “Bolokang mantswe ana wohle ao ke le boleletseng wona kajeno, le laele bana ba lona ho a hlokomela, le ho phetha dipallo tsa Molao ona. Ho lona hase mantswe a lefeela; ke bophelo ba lona. Ka mantswe ana le tla phela halelele naheng eo le tshelang Jorodane ho ya ho yona, hore e be ya lona.” Ka lona letsatsi leo Morena a bua ho Moshe, a re: “Nyolohela dithabeng tsena tsa Abarime, o hlwelle hodima thaba ya Nebo, e naheng ya Moabe, e malebana le Jeriko, o tadime naha ya Kanana, eo ke e neang bana ba Iseraele hore e be ya bona. O tla shwela hodima thaba eo, eo o tla nyolohela hodima yona, mme o orosetswe setjhabeng sa heno, jwalokaha Arone, moholwane wa hao, a ile a shwela thabeng ya Hore, le yena a orosetswa setjhabeng sa habo. Le ne le ntshitelwe le le hara bana ba Iseraele, ha le le metsing a Meriba e Kadeshe, lehwatateng la Sine. Le ne le se ke la nkgalaletsa hara setjhaba sa Iseraele. Ka baka leo, naha eo o tla e bonela hole, empa o ke ke wa kena naheng eo, eo ke e neang bana ba Iseraele.” Ena ke tlhohonolofatso eo Moshe mohlanka wa Modimo, a ileng a hlohonolofatsa bana ba Iseraele ka yona, pele a eshwa. A na a re: “Morena o ne a etswa Sinai, tjhaba a se tjhabela a etswa Seire; a phatsima a le hodima Thaba ya Parane, kete tsa bahalaledi di mo apere, ka le letona a utlile sabole e tukang malakabe. E, ruri tjhaba sa hae o a se rata, bahalaledi ba hae bohle o a ba sireletsa. Ba dutse fatshe, maotong a hae, ba mametse mantswe a taelo tsa hae. Moshe o re laetse Molao, ke lona lefa la phutheho ya ba Jakobo. E ne e le kgosi ya Jeshurune, ha hlooho tsa setjhaba di kgobokane, merabe ya Iseraele e le mmoho. “Rubene a phele a se ke a timela, bahlabani ba hae ba se be mmalwana.” “A hlohonolofatsa Juda, a re: “ Morena, sekeha tsebe o e sekehele sello sa Juda, o mmusetse ho ba morabe wa hae, a itshireletse ka matsoho a hae, o be mathusetsa ho yena direng tsa hae. “Ho Levi a re: “ Thumime ya hao o e abetse Molevi, Urime wa e nea mohalaledi, eo o ileng wa mo lekela Masa, wa lwana le yena metsing a Meriba. A bua ka mmae le ntatae, a re: “Ha ke eso mmone le ho mmona!” Esita le bana babo a ba latola, le bana ba hae a se ke a ba tseba. Ba hlokometse lentswe la hao, selekane sa hao ba se boloka. Ba tla ruta Jakobo taelo tsa hao, ba rute Iseraele Molao wa hao. Ba tla o tlisetsa mokubetso, ba etse nyehelo ya setjheso, ba e etse aletareng ya hao. Ako hlohonolofatse maruo a hae, Morena, mesebetsi ya hae o e amohele o nyakaletse. Kgahlola diholoholo tsa bamohloi, dira tsa hae di se hlole di ema hape. “Ho Benjamine a re: “ Moratuwa wa Morena o tla dula ka kgotso pela hae, Radiphahama o mo sireletsa letsatsi lohle, o dula tlasa tshireletso ya hae. “Ho Josefa a re: “ Morena a hlohonolofatse naha ya hae, ka phoka ya bohlokwa ya lehodimo, le ka metsi a kgukguthang katlasa lefatshe; ka tholwana tsa bohlokwa tse butswiswang ke letsatsi, le ka tsa bohlokwa tse melang ka kgwedi le kgwedi; ka tse ntlentle tse tswang thabeng tsa boholoholo, le ka tsa bohlokwa tsa maralla a mehla yohle; ka tsa bohlokwa tsa lefatshe le tsohle tse ho lona, le ka ho ratwa ke ya ahileng sehlahleng. Tlhohonolofatso e theohele hodima Josefa, hodima hlooho ya ya kgethehileng hara bana babo. Pholwana hae ya letsibolo e kgabile ka tlotla, naka tsa yona ekare ke naka tsa nare, ka tsona e tla sututsa matjhaba wohle, e a fihlise pheletsong tsa lefatshe. Naka tseo ke dikgothokgotho tsa Efraime, naka tseo ke diketekete tsa Manase. “Ho Sebulone a re: “ Sebulone, nyakalla ha o le leetong la hao, le wena, Isakare, nyakalla ka ditenteng tsa hao! Ba tla bitsa ditjhaba ba di bitsetse thabeng, teng ba nyehele ka mahlabelo a ho loka; hoba ba tla mokonya dimomonane tsa mawatleng, le matlotlo a bofihla a lehlabathe. “Ho Gade a re: “ Ho ke ho tumiswe ya anafaditseng Gade, Gade o qatjhama jwaloka tauhadi, o harola letsoho kapa lehata. Yena o ikgethetse karolo ya mantlha, o abetswe seabo sa molaodi. O tlile le hlooho tsa merabe, a phethahatsa ho loka ha Morena, le ditaelo tsa hae ho Baiseraele. “Ho Dane a re: “ Dane yena ke dinyane la tau, le tlolang le etswa Bashane. “Ho Nafthali a re: “ Wena, Nafthali, o ratwa ka ho fetisa, mahlohonolo a Morena a o atetse; mmuso wa hao o tloha lewatleng ho ya borwa. “Ho Ashere a re: “ Ashere a hlohonolofale ho feta merabe yohle, bana babo ba ke ba mo rate haholo, maoto a hae a tlotswe ka ole ya mohlwaare. Mekwallo ya hae e be ya tshepe le ya lethose, matla a boqhekung a tshwane le a botjheng ba hae. “Ha ho ya kang Modimo wa Jeshurune, ya kallang mahodimo ho tla le thusetsa, ya tlang ka tlotla ya hae a le hodima maru. Leaho la hao ke Modimo wa mehla yohle, matsoho a mehla yohle a o tshehetsa; a phaladisa sera kapele ho wena, a o laela hore o se timetse. Jwale Iseraele o phela ka kgotso, sediba sa Jakobo se inotshi feela, naheng ya koro le ya veine e ntjha; e, mahodimo a nesa pula. O lehlohonolo hakaakang, wena Iseraele! Ke mang ya ka tshwanang le wena? Le setjhaba se pholositsweng ke Morena, ke thebe ya lona e le thusetsang, ke yena sabole ya tlotla ya lona. Dira tsa lona di tla ineela ho lona, lona le di hatakele hodimo.” Moshe a tloha diphuleng tsa Moabe, a nyolohela thabeng ya Nebo, a hlwella hodima tlhoro ya Pisega, e tadimaneng le Jeriko. Morena a mmontsha naha yohle, ho tloha Gileade ho ya fihla Dane, le naha yohle ya Nafthali, le naha yohle ya Efraime, le ya Manase, le naha yohle ya Juda, ho ya fihla lewatleng le ka bophirimela, le Negebe, le phula ya kgohlo ya Jeriko, e leng motse o difate tsa dipalema, ho ya fihla Soware. Morena a re ho yena: “Ena ke naha eo ke ileng ke e hlapanyetsa Aborahama, le Isaka, le Jakobo, ka re: Ke tla e nea ditloholo tsa lona. Ke o dumeletse hore o e bone ka mahlo feela, empa o ke ke wa tshelela ho yona.” Yaba Moshe mohlanka wa Morena, o shwella naheng eo ya Moabe, jwalokaha Morena a ne a boletse. Morena a mo epela ka kgohlong, naheng ya Moabe, malebane le Bete-Peore. Empa ho fihlela le kajeno-ya-bokajeno ha ho motho ya tsebang lebitla la Moshe. Ha Moshe a eshwa o ne a ena le dilemo tse lekgolo le mashome a mabedi. Empa mahlo a hae a ne a ntse a bona hantle, le matla a hae a ntse a le kaofela. Ka matsatsi a mashome a mararo bana ba Iseraele ba llela Moshe ba le diphuleng tsa Moabe, matsatsi a bofifi ba ho mo llela a nto fela. Joshua, mora wa Nune, o ne a tletse moya wa bohlale, hobane Moshe o ne a ile a mmea matsoho. Bana ba Iseraele ba mo mamela, ba etsa jwalokaha Morena a ne a laetse Moshe. Haesale ho tloha moo, ha ho eso ka ho eba le moporofeta ya kang Moshe naheng ya Iseraele, eo Morena a neng a bua le yena difahleho tsa bona di tadimane. Ha ho eo Morena a kileng a mo romela naheng ya Egepeta ho ya etsa dipontsho tsohle le mehlolo yohle ho Faro, le ho bahlanka ba hae bohle, le ho naha ya hae yohle. Ha ho ya kileng a etsa leha e le nngwe ya diketso tsohle tse tshabehang, tseo Moshe a ileng a di etsa ka letsoho le matla, moo Baiseraele bohle ba ntseng ba bona. Hoba Moshe, mohlanka wa Morena, a shwe, Morena a bua ho Joshua, mora wa Nune, lehlahana la Moshe, a re: “Moshe, mohlanka wa ka, o shwele. Ka baka leo, tsamaya, o tshele noka ena ya Jorodane, wena le setjhaba sena sohle sa Iseraele, le tshelele naheng eo ke le neang yona. Dibaka tsohle tseo le tla tsamaya ho tsona ke le neile tsona, jwalokaha ke ne ke bue ho Moshe. Moedi wa lona o tla tloha lehwatateng, o yo fihla Lebanone, o tlohe Nokeng e Kgolo, e leng noka ya Euferatese, o yo fihla Lewatleng le Leholo, ka bophirimela, o akaretse naha yohle ya Behete. Ha ho ya tla o ema kapele ka nako tsohle ha o ntse o phela. Ke tla ba le wena jwalokaha ke bile le Moshe; ha nka ke ka o lahla, kapa ka o furalla. “Tsoha molota, o be sebete, hobane ke wena ya tla arolela setjhaba sena naha eo ke neng ke hlapanyetse bo-ntata sona hore ke tla se nea yona e le lefa la sona. Feela tsoha molota, o be sebete, o hlokomele ho phetha molao wohle oo mohlanka wa ka Moshe a o laetseng wona. O se ke wa o kgeloha jwang kapa jwang, e le hore o tle o atlehe hohle moo o yang teng. Kamehla o bue ka Molao ona, o o nahane motsheare le bosiu, e le hore o tle o hlokomele ho phetha tsohle tse ngotsweng ho wona, o tle o atlehe mesebetsing ya hao, mme o hlohonolofale ho tsohle tseo o di etsang. Ke se ke o laetse: Tsoha molota, o be sebete! O se ke wa tshaba, kapa wa nyahama pelo, hobane Morena Modimo wa hao, o na le wena hohle moo o yang teng.” Joshua a laela baokamedi ba setjhaba, a re: “Tsamayang hara diahelo, le laele setjhaba, le re: Ipheheleng mofao, hobane kamora matsatsi a mararo le tla tshela noka ena ya Jorodane, ho ya hapa naha eo Morena Modimo wa lona, a le neang yona hore e be ya lona. ” Joshua a bua ho ba morabe wa Rubene, le ho ba morabe wa Gade, le ho karolo e nngwe ya ba morabe wa Manase, a re: “Hopolang lentswe leo Moshe, mohlanka wa Morena, a neng a le laele lona, a re: Morena Modimo wa lona, o tla le phomotsa, a le nee naha ena. Ho sale basadi ba lona, le bana ba lona, le diphoofolo tsa lona naheng eo Moshe a le neileng yona ka kwano ho Jorodane, empa lona bohle, bao le leng banna ba bahale, ba matla, le tla tshela le hlometse, le eteletse bana babo lona pele, le ba thuse. Ha Morena a se a phomoditse bana bao babo lona, jwaloka lona, mme le bona ba se ba hapile naha eo Morena Modimo wa lona, a ba neang yona, ke hona le ka kgutlelang naheng ya lona, la dula ho yona, e leng naha eo Moshe, mohlanka wa Morena, a le neileng yona, kamose ho Jorodane, nqa botjhabela.” Ba araba Joshua, ba re: “Re tla etsa tsohle tseo o re laetseng tsona, mme hohle moo o tla re romela teng re tla ya. Re tla o mamela dinthong tsohle, jwalokaha re ile ra mamela Moshe. E se eka Morena Modimo wa hao, a ka ba le wena jwalokaha a ne a ena le Moshe. Mang le mang ya tla fetohela melao ya hao, ya sa tlo mamela dipolelo tsa hao tsohle, tseo o ka re laelang tsona, o tla bolawa. Empa wena, tsoha molota, o be sebete.” Ha ba le Shitime, Joshua, mora wa Nune, a roma banna ba babedi ba dihlwela, ka lekunutu, a re ho bona: “Eyang, le yo hlahloba naha le motse wa Jeriko.” Banna bao ba babedi ba ya, ba fihla ka tlung ya mosadi wa seotswa, ya bitswang Rahaba, mme ba robaletsa teng. Ha tsebiswa kgosi ya Jeriko, ha thwe: “Hela, bosiung bona bona ho fihlile banna ba Baiseraele mona, ba tlilo hlahloba naha.” Yaba kgosi ya Jeriko e romela molaetsa ho Rahaba, e re: “Ntsha banna ba fihlileng ho wena, ba keneng ka tlung ya hao, hobane ba tlile mona ho tla hlahloba naha yohle.” Mosadi eo a nka banna bao ba babedi, a ba pata, mme a re: “Ke nnete, banna ba babedi ba ile ba fihla mona ho nna, empa ke ne ke sa tsebe moo ba tswang teng. E ile yare ka nako eo ho kwalwang monyako wa lerako la motse ka yona, ha ho se ho le lefifi, banna bao ba tsamaya, ha ke tsebe hore na ba lebile kae; ba potlakeleng kapele, le tla ba tshwara.” Empa o ne a ba hlweseditse kahodima marulelo, a ba kwahetse ka ditlhaka tsa motsitla, tseo a neng a di adile hodima marulelo. Baphaladisi bao ba nka tsela e yang madibohong a Jorodane, mme hanghang hoba baphaladisi bao ba tswe, monyako wa kwalwa. Banna bao ba ne ba eso ka ba kgaleha, ha Rahaba a hlwella ka ho bona, kahodima marulelo. A re ho banna bao: “Ke a tseba hore Morena o le neile naha ena, le hore rona re a le tshaba, le hore baahi bohle ba naha ena le ba nyahamisitse dipelo. Re utlwile kamoo Morena a neng a pshese metsi a Lewatle la Lehlaka kapele ho lona kateng, ha le ne le etswa Egepeta. Re utlwile le seo le neng le se etse ho dikgosi tse pedi tsa Baamore, tse neng di le kamose wane ho Jorodane, e leng Sihone le Oge, bao le neng le ba ripitle ho hang. Ha re utlwa hoo, dipelo tsa rona di ile tsa nyahama, mme banna bohle ba se ke ba hlola ba eba le sebete, ka baka la ho le tshaba, hobane Morena Modimo wa lona, ke yena Modimo ya hodimo, lehodimong, le ya tlase, lefatsheng. Jwale ke a le rapela: Ntlhapanyetseng ka lebitso la Morena, hore ha e le mona ke bile mosa ho lona, le lona le tla ba mosa ho lelapa leso, mme le be le nnee pontsho ya nnete. Ntlhapanyetseng hore le tla pholosa ntate, le mme, le dikgaitsedi tsa ka, le bana beso, le bohle bao ba nang le bona, mme le re phemise lefu.” Banna bao ba re ho yena: “Re tla o shwela, haeba o ke ke wa bolela taba ena ya rona. Ha Morena a se a re neile naha ena, re tla ba mosa ho wena, re tshepahale.” Yaba Rahaba o ba lepeletsa le fesetereng ka thapo, hobane ntlo ya hae e ne e ikgohlile ka lerako la motse, mme a phela kahara lerako. A re ho bona: “Balehelang thabeng, esere baphaladisi ba lona ba kopana le lona. Le qete matsatsi a mararo le ipatile moo, ho fihlela baphaladisi ba lona ba be ba kgutla. Kamora moo le ka tswela pele leetong la lona.” Jwale banna bao ba re ho yena: “Re tla be re lokolohile kanong ena eo o re hlapantshitseng yona haese ha u ka etsa tjena: Ha re fihla naheng ena, o tle o tlame kgwele e kgubedu ena fesetereng eo o re lepeleditseng ho yona, mme o bitse ntatao, le mmao, le bana beno, le bohle ba lelapa leno, ba phuthehele mona ha hao, ka tlung ena. Mang kapa mang ya tla tswela seterateng, kantle ho ntlo ya hao, ke di-bonwa-ke-yena, mme ha re na ho ba le molato. Empa mang kapa mang ya tla ba le wena ka tlung, ha a ka bolawa, madi a hae a tla botswa ho rona. Feela haeba o ka bolela taba ena ya rona, re tla be re lokolohile kanong ena eo o re hlapantshitseng yona.” Yaba o re: “A ho be jwalokaha le bolela.” A ba lokolla, ba tsamaya. A sala a tlama kgwele e kgubedu fesetereng. Ba tsamaya, ba fihla thabeng. Ba hlola teng matsatsi a mararo, ho fihlela baphaladisi ba bona ba be ba kgutla. Baphaladisi bao ba ba batla hohle tseleng, empa ba se ke ba ba fumana. Jwale banna bao ba babedi ba tloha, ba theoha thabeng, ba tshela, ba fihla ho Joshua, mora wa Nune; ba mo tsebisa tse ileng tsa ba hlahela. Ba re ho Joshua: “Ruri Morena o re neile naha eo yohle; ho feta mona, baahi bohle ba yona ba tshositswe haholo ke ho utlwa hore re a tla.” Bo-Joshua, le bana bohle ba Iseraele, ba tsoha ka madungwadungwana, ba qala leeto la ho tloha Shitime, ba ya fihla Jorodane, ba robaletsa moo, ba tsoha ba tshela. Ha ho fetile matsatsi a mararo, baokamedi ba tsamaya hara diahelo. Ba laela setjhaba, ba re: “Ha le bona areka ya selekane sa Morena Modimo wa lona, e jerwe ke baprista, e leng Balevi, le tla tloha moo le leng teng, le e sale morao. Feela pakeng tsa lona le yona ho be le sebaka se bolelele bo ka bang ba kilomethara. Le se ke la atamela haufi le yona, le tle le tsebe tsela eo le tla tsamaya ka yona, hobane ha le eso ka le tsamaya ka tsela ena.” Joshua a re ho setjhaba: “Itlhwekiseng, hobane hosasane Morena o tla etsa dimakatso kahara lona.” Jwale Joshua a bua ho baprista, a re: “Jarang areka ya selekane, le etelle setjhaba pele.” Ba jara areka ya selekane, mme ba etella setjhaba pele. Morena a re ho Joshua: “Ka letsatsi lena ke tla qala ho o hodisa moo Baiseraele bohle ba bonang, ba tle ba tsebe hore ke tla ba le wena jwalokaha ke ile ka ba le Moshe. O tla laela baprista ba jarang areka ya selekane, o re: Ha le fihlile moleng wa metsi a Jorodane, le eme themelele! ” Joshua a re ho bana ba Iseraele: “Atamelang kwano, le mamele mantswe a Morena Modimo wa lona.” Joshua a boela a re: “Ka sena le tla tseba hore Modimo ya phelang o teng kahara lona, le hore o tla leleka kapele ho lona Bakanana, le Bahete, le Bahife, le Baperise, le Bagirigashe, le Baamore, le Bajebuse. Bonang, areka ya selekane sa Morena wa lefatshe lohle, e tshela Jorodane e le eteletse pele. Ka baka leo, kgethang banna ba leshome le metso e mmedi merabeng ya Iseraele, morabeng o mong le o mong ho kgethwe monna a le mong. Etlare ha baprista ba jereng areka ya Morena, Morena wa lefatshe lohle, ba hata metsi a Jorodane, metsi ao a Jorodane a tla arohana ka lehare. Metsi a phallelang tlase, a etswa hodimo ho noka, a tla ema a ikentse lekaka.” Jwale setjhaba sa tloha ditenteng tsa sona, ho ya tshela Jorodane, se eteletswe pele ke baprista ba jereng areka ya selekane. Yare feela ha ba jereng areka ba fihla Jorodane, mme maoto a baprista ba jereng areka a thetsa mola wa metsi -- Jorodane e ja meduwane ka nako yohle ya ha ho kotulwa -- metsi a phallelang tlase a ema, a kokomoha, a iketsa lekaka le yang morao, ho tloha motseng wa Adama, o haufi le Saretane. Metsi a phallelang Lewatleng la Araba, e leng Lewatle la Letswai, a kgaotsa ho phalla. Setjhaba sa tshela malebana le Jeriko. Baprista ba jereng areka ya selekane sa Morena ba ema themelele! mobung o ommeng, bohareng ba Jorodane, mme Baiseraele bohle ba tshela mobung o ommeng, ho fihlela setjhaba sohle se tshela Jorodane. Ha setjhaba sohle se se se tshetse Jorodane, Morena a bua ho Joshua, a re: “Kgethang banna ba leshome le metso e mmedi, morabeng o mong le o mong le kgethe monna a le mong. Le ba laele, le re: Nkang majwe bohareng ba Jorodane, moo maoto a baprista a neng a eme teng; e be majwe a leshome le metso e mmedi. Le tshele le a nkile, le fihle le a bee moo le tla robaletsa teng bosiung bona. ” Joshua a bitsa banna ba leshome le metso e mmedi, ba kgethilweng hara bana ba Iseraele, morabeng o mong le o mong ho kgethilwe monna a le mong. Joshua a re ho bona: “Fetelang kapele ho areka ya Morena Modimo wa lona, le ye bohareng ba Jorodane. Monna e mong le e mong a nke lejwe le le leng, ho ya ka palo ya merabe ya bana ba Iseraele, a le jare ka lehetla. Majwe ana e tla ba kgopotso hara lona ka mehla e tlang. Ha bana ba lona ba le botsa, ba re: Majwe aa a bolelang?>*** le tla re ho bona: A bolela hore metsi a Jorodane a ne a parohe ka lehare, kapele ho areka ya selekane sa Morena. Ha areka e tshela Jorodane, metsi a Jorodane a ne a parohe ka lehare, mme majwe ana e tla ba kgopotso ho bana ba Iseraele kamehla yohle. ” Bana ba Iseraele ba etsa jwalokaha Joshua a ba laetse. Ba nka majwe a leshome le metso e mmedi bohareng ba Jorodane, ho ya ka merabe ya bona jwalokaha Morena a ne a ile a bua ho Joshua. Ba tshela ba a nkile ho ya moo ba neng ba tla robaletsa teng, ba a bea hona moo. Joshua a hloma majwe a leshome le metso e mmedi bohareng ba Jorodane, sebakeng seo maoto a baprista ba neng ba jere areka ya selekane a neng a eme teng, mme le kajeno-ya-bokajeno a ntse a le hona moo. Baprista ba neng ba jere areka ba ema bohareng ba Jorodane, ho fihlela ha ho phethilwe tsohle tseo Morena a neng a laetse Joshua ho di bolella setjhaba, ho ya ka tsohle tseo Moshe a neng a di laetse Joshua. Setjhaba sa potlaka, sa tshela noka. Yare ha setjhaba sohle se se se tshetse, jwale ha tshela areka ya Morena, le baprista, ba fetela kapele ho setjhaba. Ba morabe wa Rubene, le ba morabe wa Gade, le ba karolo e nngwe ya morabe wa Manase, ba tshela ba hlometse, ba eteletse bana ba Iseraele pele, jwalokaha Moshe a ne a ba laetse. Ba ileng ba tshela e ne e ka ba dikete tse mashome a mane, tsa ba hlomeletseng ntwa, ba ilo lwana diphuleng tsa Jeriko, moo Morena a ntseng a ba bona. Ka letsatsi leo, Morena a hodisa Joshua moo Baiseraele bohle ba ntseng ba bona; ba mo tshaba ka matsatsi wohle a bophelo ba bona, jwalokaha ba ne ba tshaba Moshe. Morena a bua ho Joshua, a re: “Laela baprista ba jereng areka ya selekane hore ba nyolohe ka nokeng ya Jorodane.” Joshua a laela baprista, a re: “Nyolohang ka nokeng ya Jorodane.” Baprista ba neng ba jere areka ya selekane sa Morena ba nyoloha ho tloha bohareng ba Jorodane. Hanghang ha maoto a baprista bao a qala ho hata mobung o ommeng, metsi a Jorodane a kgutlela ditulong tsa wona, a saballa mabopong wohle jwaloka pele. Ka letsatsi la leshome kgweding ya pele, setjhaba sa tshela Jorodane, sa hloma Gilegale, moeding o ka botjhabela wa Jeriko. Majwe ane a leshome le metso e mmedi, ao baprista ba ileng ba a nka ka nokeng ya Jorodane, Joshua a a hloma Gilegale. A bua ho bana ba Iseraele, a re: “Ka mehla e tlang, ha bana ba lona ba botsa bo-ntata bona, ba re: Majwe aa a bolelang?>*** le tle le ba bolelle, le re: Baiseraele ba ne ba tshele noka ena ya Jorodane mobu wa yona o omme. Morena Modimo wa lona, o ne a pshese metsi a Jorodane kapele ho rona, ho fihlela le tshetse bohle, jwalokaha Morena Modimo wa lona, a ne a pshese metsi a Lewatle la Lehlaka kapele ho rona, ho fihlela re tshetse bohle. Ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tla tseba hore letsoho la Morena le matla, mme le lona le tla tshaba Morena Modimo wa lona, kamehla yohle. ” Ha dikgosi tsohle tsa Baamore tse neng di le ka bophirimela, mose ho Jorodane, le dikgosi tsohle tsa Bakanana tse neng di le pela lewatle, di utlwa kamoo Morena a ileng a pshesa metsi a Jorodane kapele ho bana ba Iseraele kateng, ho fihlela ba tshetse, tsa nyahama dipelo, tsa fellwa ke sebete ho hang, ka baka la ho tshaba bana ba Iseraele. Ka yona nako eo, Morena a re ho Joshua: “Iketsetse dithipa ka lejwe la moralla, o boele o bolotse bana ba Iseraele.” Joshua a iketsetsa dithipa ka lejwe la moralla, a boela a bolotsa bana ba Iseraele ha ba le Gibeata-Haralote. Lebaka leo Joshua a neng a ba bolotsa ka lona ke lena: Batho bohle ba neng ba tswe Egepeta, ba batona, e leng banna bohle ba bahlabani, ba ne ba shwele lehwatateng, ba le tseleng, kamora hoba ba tswe naheng ya Egepeta. Batho bohle ba neng ba tswe Egepeta ba ne ba bolotse, empa batho bohle ba ileng ba tswallwa lehwatateng, ha ba le tseleng, ba etswa Egepeta, e ne e le maqai. Ka dilemo tse mashome a mane bana ba Iseraele ba ne ba nnile ba lelera lehwatateng, ho fihlela tjhaba sohle se timela, esita le bahlabani ba ileng ba tswa Egepeta, hobane ba ne ba sa ka ba mamela lentswe la Morena. Morena o ne a ile a ba hlapanyetsa hore a ke ke a ba dumella ho bona naha eo Morena a ileng a hlapanyetsa bo-ntata bona hore o tla re nea yona, e leng naha e phallang lebese le mahe a dinotshi. Bara ba bona, bao Modimo a ileng a thiba dikgeo tsa bo-ntata bona ka bona, ke bona bao Joshua a ileng a ba bolotsa. E ne e le maqai, hobane ba ne ba sa ka ba bolotswa ha ba le tseleng. Yare ha setjhaba sohle sa banna se se se boloditswe, sa dula dibakeng tsa sona moo diahelong, ho fihlela se fola. Morena a re ho Joshua: “Kajeno ke tlositse sekgobo sa Egepeta ho lona.” Ka baka leo, sebaka seo se bitswa Gilegale ho fihlela kajeno-ya-bokajeno. Bana ba Iseraele ba nna ba hlola Gilegale, mme ka letsatsi la leshome le metso e mene la kgwedi eo, ka phirimana, ba keteka mokete wa Paseka diphuleng tsa Jeriko. Hoseng, ka letsatsi le hlahlamang la mokete wa Paseka, ba eja tse behilweng ke naha, e leng dikuku tse sa lomoswang, le diqhome tsa koro, ba di ja ka lona letsatsi leo. Ka letsatsi leo ka lona ba jeleng thoko ya tse behilweng ke naha, manna a kgaotsa ho ba teng, mme yaba bana ba Iseraele ha ba sa fumana manna, empa selemong seo ba ja ditholwana tsa naha ya Kanana. Yare ha Joshua a le Jeriko a phahamisa mahlo, a tadima, mme a bona monna ya emeng kapele ho yena, a tshwere sabole. Joshua a ya ho yena, mme a re ho yena: “O wa habo rona, kapa o wa direng?” Monna eo a re: “Tjhe! Nna ke molaodi wa lebotho la Morena. Jwale ke se ke le teng.” Joshua a itihela fatshe ka sefahleho, a obamela fatshe, a re ho yena: “Morena wa ka o reng ho mohlanka wa hae?” Molaodi wa lebotho la Morena a re ho Joshua: “Rola meqathatso ya hao, hobane sebaka seo o emeng hodima sona se a halalela.” Joshua a etsa jwalo. Menyako ya Jeriko e ne e kwetswe nti! ka baka la ho tshaba bana ba Iseraele. Ho ne ho se le ya mong ya tswang, ho se le ya mong ya kenang. Jwale Morena a re ho Joshua: “Bona, ke neelana ka Jeriko le kgosi ya yona, le banna ba dinatla, ba sebete, matsohong a hao. Le potolohe motse ona le bahlabani bohle, le o potolohe hanngwe. Le etse jwalo ka matsatsi a tsheletseng. Baprista ba supileng ba tsamaye kapele ho areka ba nkile manaka a supileng a pheleu. Ka letsatsi la bosupa le potolohe motse ka makgetlo a supileng, baprista ba letse manaka. Ere ha ba letsa lenaka la pheleu halelele, mme lona le utlwa modumo wa lenaka, setjhaba sohle se howe haholo; lerako la motse le tla helehela fatshe, mme setjhaba sohle se le tlole, monna ka mong a be a se a toba pele.” Joshua, mora wa Nune, a bitsa baprista, a re ho bona: “Nkang areka ya selekane, baprista ba supileng ba tsamaye kapele ho areka eo ya Morena, ba nkile manaka a supileng a pheleu.” Yaba o re ho setjhaba: “Tsamayang, le potolohe motse, bahlabani ba tsamaye kapele ho areka ya Morena.” Ha Joshua a se a buile ho setjhaba, baprista ba supileng, ba nkileng manaka a supileng a pheleu, ba fetela kapele ho Morena, ba ntse ba letsa manaka ao, mme areka ya Morena ya ba sala morao. Bahlabani ba etella pele baprista ba neng ba letsa manaka, mme serao sa tsamaya kamora areka, baprista bona ba ntse ba letsa manaka. Joshua a laela setjhaba, a re: “Le se ke la howa, leha e le ho hweshetsa; ho se be lentswe le tswang melomong ya lona, ho fihlela mohla letsatsi leo ka lona ke le laelang hore le howe, ebe lea howa.” A laela hore areka ya Morena e potolohe motse, e o potolohe hanngwe. Yaba ba kgutlela diahelong, ba robala teng. Joshua a tsoha ka madungwadungwana, baprista ba jara areka ya Morena. Baprista ba supileng, ba nkileng manaka a supileng a pheleu, ba tsamaya kapele ho areka ya Morena, ba ntse ba letsa manaka ao. Bahlabani ba tsamaya kapele ho baprista, mme serao sa tsamaya kamora areka ya Morena, baprista bona ba ntse ba letsa manaka. Le ka letsatsi la bobedi ba potoloha motse hanngwe, yaba ba kgutlela diahelong. Ba etsa jwalo ka matsatsi a tsheletseng. Ka letsatsi la bosupa ba tsoha hoseng ha mafube a hlaha. Ba potoloha motse ka makgetlo a supileng, ka mokgwa o tshwanang le wa pele; feela ka letsatsi lena ba potoloha motse makgetlo a supileng. Yare ha ba potoloha lekgetlo la bosupa, baprista ba letsa manaka, Joshua a re ho setjhaba: “Howang, hobane Morena o le neile motse ona! Motse o tla timetswa, hammoho le tsohle tse ka ho wona, hobane o tlasa thohako ya Morena. Ke Rahaba wa seotswa feela ya tla phela; yena le bohle ba nang le yena ka tlung ya hae, hobane o ne a pate baromuwa bao re neng re ba romile. Feela lona le itlhokomele, le kgese tse rohakehileng, esere ka ho nka dintho tseo tse rohakehileng la itlisetsa thohako, la tlisetsa le diahelo tsa Baiseraele thohako le tsietsi. Empa ha e le silefera, le kgauta, le dijana tse entsweng ka lethose le ka tshepe, ke tsa Morena. Tsona di tla kena letloleng la Morena.” Yaba setjhaba se a howa, le baprista ba letsa manaka. Yare ha setjhaba se utlwa modumo wa manaka, sa howa haholo, mme lerako la helehela fatshe. Setjhaba sa kena ka motseng, monna ka mong a tobile pele feela, mme ba hapa motse oo. Tsohle tse neng di le kahara motse ba di ripitla ho hang ka sabole: banna le basadi, batjha le maqheku, le kgomo, le nku, le tonki. Ho banna ba babedi, ba neng ba rometswe ho ya hlwela naha, Joshua a re: “Eyang tlung ya seotswa, le tle le mosadi eo, le bohle bao a nang le bona, jwalokaha le ile la mo hlapanyetsa.” Bahlankana ba dihlwela ba ya, ba tla le Rahaba, le ntatae, le mmae, le bana babo, le bohle bao a neng a ena le bona. Ba ntsha le ba malapa wohle a bang ka yena, ba ba bea kantle ho diahelo tsa Baiseraele. Motse wona ba o tjhesa ka mollo, le tsohle tse neng di le kahara wona. Ha e le silefera, le kgauta, le dijana tse entsweng ka lethose le ka tshepe, tsona ba di kenya letloleng la ntlo ya Morena. Joshua a pholosa Rahaba wa seotswa, le ba lelapa lohle la ntatae, le bohle bao a neng a ena le bona. O ntse a phela le Baiseraele ho fihlela kajeno, hobane o ne a ile a pata baromuwa bao Joshua a neng a ile a ba roma ho hlwela Jeriko. Mohlang oo, Joshua a nea Jeriko thohako ena, a re: “Morena a rohake motho, motho ya tla ema, a tsose marako a motse ona wa Jeriko; ka lefu la mora hae wa matsibolo a etse motheo wa wona, ka lefu la mora hae wa lethopo a hahe menyako ya wona.” Morena a ba le Joshua, mme botumo ba hae ba aparela naha yohle. Bana ba Iseraele ba tlola molao ka ho nka dintho tse rohakehileng. Akane, mora wa Karimi, mora wa Sabedi, mora wa Sera, wa morabe wa Juda, a nka dintho tse rohakehileng, mme kgalefo ya Morena ya tlokomela bana ba Iseraele. Ha Joshua a le Jeriko a roma banna Ai, e pela Bete-Afene ka botjhabela ho Bethele. A bua ho bona, a re: “Tsamayang le yo hlwela naha.” Banna bao ba nyolohela teng, ba hlwela Ai. Ha ba kgutlela ho Joshua, ba re ho yena: “O se ke wa romela bahlabani bohle. Romela bahlabani ba ka bang kete tse pedi kapa ba ka bang kete tse tharo ho futuhela Ai. O se ke wa kgathatsa bahlabani bohle ho ya moo, hobane baahi ba Ai ba mmalwana.” Yaba bahlabani ba ka bang kete tse tharo ba nyolohela teng, empa ba baleha banna ba Ai. Banna ba Ai ba bolaya banna ba Iseraele ba ka bang mashome a mararo a metso e tsheletseng. Ba ba phaladisa ho tloha kgorong ya motse ho ya fihla Shebarime, ba ba bolaela motheong. Baiseraele ba nyahama dipelo, tsa ba jwaloka metsi. Joshua le baholo ba Iseraele ba hahola diaparo tsa bona, ba itihela fatshe ka difahleho, kapele ho areka ya Morena, ho fihlela ka phirimana. Ba itshela ka lerole dihloohong. Joshua a re: “Oho, Morena Modimo, ke ka baka lang o tshedisitseng setjhaba see noka ya Jorodane, ho tla neelana ka rona matsohong a Baamore, hore ba re timetse? Hoja ebe re ile ra kgotsofalla ho aha mose wane ho Jorodane! Ke a o rapela Morena, ke tla reng ha e le moo Baiseraele ba balehile dira tsa bona? Ha Bakanana, le baahi bohle ba naha ena ba utlwa, ba tla re dikanela, ba re fedise lefatsheng. Lebitso lee la hao le leholo, o tla le etsetsa eng?” Morena a re ho Joshua: “Ema! Ke hobaneng ha o itihela fatshe ka sefahleho? Baiseraele ba entse sebe, ba bile ba robile selekane sa ka, seo ke ba laetseng sona. Ba nkile le dintho tse rohakehileng; ba di utswitse, ba di patile, ba di kentse hara thepa ya bona. Ka baka leo, bana ba Iseraele ba ke ke ba tseba ho thulana le dira tsa bona; ba tla baleha dira tsa bona, hobane ba rohakilwe. Ha ke sa tla hlola ke eba le lona, haese feela ha le ka timetsa ntho eo e rohakehileng hara lona. “Ema, o hlwekise setjhaba, mme o re ho sona: Itlhwekisetseng letsatsi la hosasane hobane Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena: Thohako e teng hara lona, lona Baiseraele! Ha le na ho tseba ho thulana le dira tsa lona, ho fihlela le tlosa ntho eno e rohakehileng hara lona. “ Ka baka leo, hosasane le tla tliswa mona ka merabe ya lona. Morabe oo Morena a tla o kgetha, o tla atamela ka malapa a wona; lelapa leo Morena a tla le kgetha le tla atamela ka dihlooho tsa matlo a lona, mme ntlo eo Morena a tla e kgetha, banna ba yona ba tla atamela ka bomong. Monna ya tla kgethwa, e leng ya nang le ntho e rohakehileng, o tla tjheswa ka mollo, yena le tsohle tseo a nang le tsona, hobane o robile selekane sa Morena, le hobane o entse ketso a dihlong setjhabeng sa Iseraele. ” Joshua a tsoha ka madungwadungwana, a atametsa Baiseraele ka merabe ya bona, mme merabe wa Juda wa kgethwa. Malapa a Juda a atametswa, yaba o kgetha lelapa la Sera. Banna ba lelapa la Sera ba atametswa ka bomong, yaba ho kgethwa Sabedi. Jwale banna ba ntlo ya Sabedi ba atametswa ka bomong, mme ha kgethwa Akane, mora wa Karimi, mora wa Sabedi, mora wa Sera, wa morabe wa Juda. Yaba Joshua o re ho Akane: “Ngwanaka, ke a o rapela: Tlotlisa Morena Modimo wa Iseraele, o ipolele ho yena. Ke a o rapela: Mpolelle seo o se entseng. O se ke wa mpatela letho.” Akane a araba Joshua, a re: “Ruri ke sitetswe Morena Modimo wa Iseraele, mme ke entse tjena le tjena. E ile yare ha ke bona seaparo se setlesetle hara kgapo e tswang Shinare, le silefera e ka etsang boima ba dikilo tse pedi, le setene sa kgauta se ka etsang boima ba halofo ya kilo, ka di tswela pelo, yaba ke a di nka. Ke di epetse fatshe, bohareng ba tente ya ka. Silefera e aleditse katlase ho tsona.” Joshua a roma maqosa, a mathela ka tenteng. Maqosa ao a fumana di epetswe ka tenteng ya hae, silefera e di aleditse. Maqosa a ntsha dintho tsena ka tenteng, a di tlisa ho Joshua, le ho bana ba Iseraele bohle, a di bea fatshe kapele ho Morena. Jwale bo-Joshua le Baiseraele bohle ba nka Akane, mora wa Sera, le silefera, le seaparo, le setene sa kgauta, le bara ba hae, le baradi ba hae, le dikgomo tsa hae, le ditonki tsa hae, le dinku tsa hae, le tente ya hae, le tsohle tseo a neng a ena le tsona; ba di isa ka kgohlong ya Akore. Joshua a re: “Ke ka baka lang o re tshwentseng tjee? Le wena, kajeno lena, Morena o tla o tshwenya.” Yaba Baiseraele bohle ba mo tlepetsa ka majwe; ba tlepetsa le ba lelapa la hae ka majwe, ba ba tjhesa ka mollo. Ba kgobella majwe hodima hae, mme le kajeno-ya-bokajeno a ntse a le teng. Kgalefo e tlokomang ya Morena ya kokobela. Ke ka baka leo le kajeno-ya-bokajeno sebaka seo se ntseng se bitswa ka lebitso la Kgohlo ya Akore. Morena a re ho Joshua: “Se tshabe, mme o se ke wa nyahama pelo. Nka bahlabani bohle, o ye motseng wa Ai. Bona, ke neelane ka kgosi ya Ai matsohong a hao, yena le setjhaba sa hae, le motse wa hae, le naha ya hae. O etse Ai le kgosi ya yona jwalokaha o ile wa etsa Jeriko le kgosi ya yona. Le tla inkela feela thepa ya yona, le diphoofolo tsa yona, e le kgapo ya lona. Bahlabani ba lalle kamorao ho motse.” Yaba Joshua o tsamaya jwalo, a ena le bahlabani bohle, o ya Ai. Joshua a kgetha mokgetho wa dinatla tsa bahale ba dikete tse mashome a mararo, mme ba futuha hara bosiu. A ba laela, a re: “Bonang mona, le tla lalla kamorao ho motse. Feela le se ke la ba hole le motse, empa bohle le be malalaalaotswe. Nna, le banna bohle bao ke nang le bona, re tla leba motseng. Etlare ha ba etswa ho re kgahlanyetsa, jwalokaha ba ile ba etsa ka lekgetlo la pele, ebe re a ba baleha. Ba tla re phaladisa ho fihlela re ba hulela thoko le motse, hobane ba tla re: Batho bana ba re baleha jwalokaha ba ile ba etsa ka lekgetlo la pele, mme rona re tla fela re ba balehe. Jwale lona le tla tswa moo le ipatileng teng, le hape motse. Morena Modimo wa lona, o tla neelana ka wona matsohong a lona. Ha le se le o hapile, le tla o tjhesa ka mollo; le etse jwalo ho ya ka taelo ya Morena. Jwale ke le laetse!” Joshua a ba romela jwalo. Ba ya moo ba tla lalla teng, ba lalla pakeng tsa Bethele le Ai, ka bophirimela ho Ai. Empa Joshua yena a hlola bosiu boo le bahlabani ba bang. Joshua a tsoha e sa le ka madungwadungwana, a bokella bahlabani, a nyolohela Ai; yena le baholo ba Iseraele ba eteletse bahlabani pele. Bahlabani bohle ba neng ba ena le yena ba nyoloha, ba atamela motse, ba ba ba fihla kapele ho wona. Ba hloma ka leboya ho Ai, kgohlo ya eba pakeng tsa bona le motse. A nka bahlabani ba ka bang kete tse hlano, ba lalla pakeng tsa Bethele le Ai, ka bophirimela ho Ai. Ba emisa bahlabani ka ditheko: Lebotho lohle le ne le le ka leboya ho motse, le la serao le ne le laletse ka bophirimela ho motse. Joshua yena a hlola bosiu boo ka kgohlong. Ha kgosi ya Ai e bona mabotho ana, banna ba motse ba potlakela ho tsoha ka madungwadungwana, ba tswa motseng, ba futuhela Baiseraele: E le kgosi le banna bohle ba yona, mme ba ya thulana le Baiseraele motheong o lebang Araba. Empa kgosi e ne e sa tsebe hore mabotho a laletse kamorao ho motse. Jwale Joshua le Baiseraele bohle ba etsa jwalokaha eka ba etsa sealo, ba baleha ka tsela a yang lehwatateng. Ha bitswa banna bohle ba neng ba le kahara motse wa Ai, ho phaladisa Baiseraele. Ba phaladisetsa bo-Joshua hole le motse. Ha ho motho le ya mong Ai kapa Bethele, ya ileng a sala, a se ke a tswa ho phaladisa Baiseraele. Ba siya motse o sa sireletswa, ba phaladisa Baiseraele. Jwale Morena a re ho Joshua: “Supa nqa Ai ka lerumo le ka letsohong la hao, hobane ke tla neelana ka motse oo matsohong a hao.” Joshua a supa nqa Ai ka lerumo le neng le le ka letsohong la hae. Bahlabani ba laletseng ba raoha kapele moo ba ipatileng teng, mme hanghang hoba Joshua a supe ka lerumo la hae ba matha, ba kena motseng, ba o hapa, ba potlakela ho o tjhesa ka mollo. Ha banna ba Ai ba hetla morao, ba bona mosi o tswang motseng o foqohela hodimo. Ba tsherehana, ba sitwa ho balehela kae kapa kae. Batho ba neng ba balehela lehwatateng ba kgutla sekwele, ba boyana le baphaladisi ba bona. Ha Joshua le Baiseraele bohle ba bona hore balalli ba hapile motse, le hore mosi o tswang motseng o foqohela hodimo, ba boya sekwele, ba bolaya banna ba Ai. Le balalli ba tswa motseng, ba kgahlanyetsa banna ba Ai. Kahoo Baiseraele ba ba etsetsa sakanalankope, ba ba hlaha ka mahlakoreng wohle. Ba ba bolaya, ho fihlela ho sa sala le ya mong, ho sa phonyoha le ya mong. Empa kgosi ya Ai yona ba e tshwara e ntse e phela, ba e isa ho Joshua. Ha Baiseraele ba qetile ho bolaya baahi bohle ba Ai hara naha, le hara lehwatata moo ba neng ba ile ba ba phaladisetsa teng, mme bohle ba bolailwe ka sabole ho fihlela ba timela, Baiseraele bohle ba kgutlela Ai, ba bolaya masalla wohle ka sabole. Banna bohle le basadi bohle ba ileng ba bolawa tsatsing leo, e ne e le dikete tse leshome le metso e mmedi, e leng batho bohle ba Ai. Joshua a se ke a kgutlisa letsoho la hae le neng le supile Ai ka lerumo, ho fihlela baahi bohle ba Ai a ba timeditse ho hang. E bile diphoofolo feela, le thepa ya motse, tseo Baiseraele ba ileng ba ikgapela tsona, ho ya ka taelo ya Morena, eo a ileng a e laela Joshua. Joshua a tjhesa motse wa Ai, a o etsa ditututswana tsa masupi a kamehla yohle, mme o jwalo le kajeno-ya-bokajeno. A fanyeha kgosi ya Ai sefateng, setopo sa yona sa tlohelwa moo ho fihlela mantsiboya. Ha letsatsi le dikela Joshua a laela hore setopo se fanyollwe sefateng. Ba se lahlela monyakong wa kgoro e kenang ka motseng, ba se kwahela ka qubu ya majwe. Qubu eo e ntse e le teng le kajeno-ya-bokajeno. Joshua a hahela Morena Modimo wa Iseraele, aletare thabeng ya Ebale. A e haha jwalokaha Moshe, mohlanka wa Morena, a ne a laetse bana ba Iseraele, jwalokaha ho ngotswe Bukeng ya Molao wa Moshe; aletare ya majwe ao ho seng motho ya kileng a a betla ka tshepe. Ba nyehella Morena ka mahlabelo a setjheso hodima yona, ba mo nyehella le ka mahlabelo a teboho. Yare moo bana ba Iseraele ba ntseng ba tadimile, Joshua a ngola hodima majwe a aletare melao eo Moshe a neng a ba ngolle yona. Baiseraele bohle, le baholo ba bona, le baokamedi ba bona, le baahlodi ba bona, le bajaki, le matswallwa a naha, ba ema ka mahlakoreng a mabedi a areka ya selekane, kapele ho baprista e leng Balevi, ba jarang areka ya selekane sa Morena. Karolo e nngwe ya setjhaba e ne e tadimile thabeng ya Gerisime, mme karolo e nngwe e tadimile thabeng ya Ebale, jwalokaha Moshe, mohlanka wa Morena, a ne a ba laetse ho etsa jwalo ha ba hlohonolofatsa setjhaba sa Iseraele e le lekgetlo la pele. Kamora mona Joshua a bala mantswe wohle a Molao, e leng ditlhohonolofatso le dithohako, ho ya ka tsohle tse ngotsweng Bukeng ya Molao. Ha ho lentswe le le leng la tsohle tseo Moshe a neng a di laele, leo Joshua a sa kang a le balla phutheho yohle ya Baiseraele, le basadi, le bana, le bajaki ba neng ba jakile hara bona. Ha dikgosi tsohle tse kamose wane ho Jorodane, le tse maralleng, le tse diphuleng, le tse lebopong lohle la Lewatle le Leholo, kapele ho Lebanone, e leng tsa Bahete, le tsa Baamore, le tsa Bakanana, le tsa Baperise, le tsa Bahife, le tsa Bajebuse, di utlwa ditaba tsena, tsa ba ntsweleng, tsa ikopanya mmoho ho lwantsha Joshua le Baiseraele. Empa ha baahi ba Gibeone ba utlwa seo Joshua a se entseng Jeriko, le Ai, ba loha mano. Ba tsamaya ba ikgakantse jwalokaha eka ke baromuwa, ba bofa mekotla e tsofetseng ditonking tsa bona, le makuka a tsofetseng a veine, a seng a ile a phatloha, a ba a rokwa. Ba rwala meqathatso e tsofetseng, e seng e rokilwe. Diaparo tsa bona e ne e le tse namphaneng; ba nkile mofao wa bohobe bo dikokotwana, bo hlobo. Ba fihla ho Joshua, diahelong tsa hae, Gilegale, ba re ho yena le ho banna ba Iseraele: “Re tswa naheng e hole, mme re kopa hore o etse selekane le rona.” Banna ba Baiseraele ba re ho Bahife bana: “Mohlomong le ntse le phela haufi le rona. Jwale re ka etsa selekane le lona jwang?” Ba araba Joshua, ba re: “Re bahlanka ba hao.” Joshua a ba botsa hape, a re: “Le bo-mang? Hona le tswa kae?” Ba mo araba, ba re: “Bahlanka ba hao ba tswa naheng e hole, ka baka la lebitso la Morena Modimo wa lona, hobane re utlwile botumo ba hae, le tsohle tseo a di entseng Egepeta. Re utlwile le seo a se entseng ho dikgosi tse pedi tsa Baamore, tse neng di le kamose wane ho Jorodane, e leng Sihone, kgosi ya Heshebone, le Oge, kgosi ya Bashane, ya neng a ahile Ashetarote. Jwale baholo ba setjhaba sa rona, le baahi bohle ba naha ya rona, ba re: Nkang mofao, le tsamaye, le yo ba kgahlanyetsa, le re ho bona: Re bahlanka ba lona, mme re le kopa ho etsa selekane le rona. Bohobe bona ba rona bo ne bo sa tjhesa ha re bo nka malapeng a rona, re etsa mofao, mohla letsatsi leo ka lona re neng re kena leetong la ho tla ho wena, empa jwale ako bone: Bo se bo le dikokotwana, bo le hlobo. Makuka ana a veine a ne a le matjha ha re a tlatsa, empa jwale ako bone: A se a phatlohile. Diaparo tsena tsa rona, le meqathatso ena ya rona, di se di tsofetse ka baka la ho tsamaya leeto le lelelele hakana.” Banna ba Baiseraele ba ngwatha mofao wa baeti, empa ba se ke ba batla keletso ya Morena. Joshua a etsa kgotso le bona, a ba a etsa selekane le bona sa hore a ke ke a ba bolaya. Mahosana le wona a ba hlapanyetsa. Kamora matsatsi a mararo ba entse selekane le bona, Baiseraele ba utlwela hore setjhaba sena se haufi le bona, se ahelane le bona. Bana ba Iseraele ba tswela pele leetong, mme ka letsatsi la boraro ba fihla metseng ya setjhaba sena. Metse ya sona e ne e le Gibeone, le Kefira, le Beerote, le Kiriate-Jearime. Empa bana ba Iseraele ba se ke ba ba bolaya, hobane mahosana a setjhaba a ne a hlapanyeditse Bagibeone ka Morena Modimo wa Iseraele. Setjhaba sohle sa korotlela mahosana. Mahosana wohle a re ho setjhaba sohle: “Kaha re ba hlapanyeditse ka Morena Modimo wa Iseraele, re ke ke ra ba ntsha kotsi. Re tla ba etsa tjena: Re tla ba tlohela ba phele, esere ra itlisetsa kgalefo, ka baka la kano eo re neng re ba hlapanyetse yona.” Mahosana a boela a re ho setjhaba: “A re ba tloheleng ba phele, e le hore e tle e be bona ba rwallelang setjhaba sena sohle patsi, ba se kgellang metsi.” Setjhaba sa etsa jwalokaha mahosana a boletse. Joshua a bitsa Bagibeone, a bua le bona, a re: “Ke hobaneng le ileng la re thetsa, la re le tswa hole, empa le ntse le ahelane le rona? Ka baka lena he, le rohakehile, mme ha le ka ke la phetsa ho ba makgoba a rwallelang ntlo ya Modimo wa ka patsi, a e kgellang metsi.” Ba araba Joshua, ba re: “Bahlanka ba hao ba ile ba bolellwa kamoo Morena Modimo wa lona, a ileng a laela Moshe, mohlanka wa hae, hore a le nee naha ena yohle, mme le bolaye baahi ba yona ba kapele ho lona. Ka baka leo, re ile ra tshaba hore le tla re bolaya, mme ke ka hona re entseng hona. Bona mona, re matsohong a hao, seo o bonang hore se lokile, wena o re etse sona.” Joshua a etsa jwalo, a ba lopolla matsohong a bana ba Iseraele, mme bona ba se ke ba ba bolaya. Empa ho tloha ka lona letsatsi leo, Joshua a ba etsa makgoba a rwallelang setjhaba patsi, a se kgellang metsi, le a rwallelang aletare ya Morena patsi, le a e kgellang metsi sebakeng seo Morena a tla se kgetha, ho fihlela kajeno-ya-bokajeno. Jwale Adoni-Sedeke, kgosi ya Jerusalema, a utlwa hore Joshua o hapile motse wa Ai, o bile o o ripitlile ho hang; le hore seo a neng a se etse motseng wa Jeriko le ho kgosi ya yona, o se entse motseng wa Ai le ho kgosi ya yona. A utlwa le hore baahi ba Gibeone ba entse kgotso le Baiseraele, mme ba bile ba se ba phela hara bona. A tshoha haholo, hobane Gibeone e ne e le motse o moholo, o kang o mong wa metse ya moreneng, mme o le moholo ho feta Ai, le banna bohle ba wona e le dinatla. Yaba Adoni-Sedeke, kgosi ya Jerusalema, o romela molaetsa ho Hohame, kgosi ya Heborone; le ho Pirame, kgosi ya Jaremute; le ho Jafia, kgosi ya Lakishe; le ho Debiri, kgosi ya Egelone, o re: “Nyolohelang ho nna, le tlo nthusa ke hape Gibeone, hobane baahi ba yona ba se ba entse kgotso le Joshua le bana ba Iseraele.” Dikgosi tsena tse hlano tsa Baamore, e leng kgosi ya Jerusalema, le kgosi ya Heborone, le kgosi ya Jaremute, le kgosi ya Lakishe, le kgosi ya Egelone, tsa ikopanya, tsa nyoloha le mabotho a tsona wohle, tsa hloma malebana le Gibeone, tsa e futuhela. Banna ba Gibeone ba romela molaetsa ho Joshua, diahelong tsa hae Gilegale, ba re: “O se ke wa phutha matsoho a hao, wa lahla bahlanka ba hao; nyolohela ho rona kapele, o tlo re thusa, mme o re pholose. Dikgosi tsohle tsa Baamore tse phelang naheng e maralla di re dikanetse.” Joshua a nyoloha Gilegale, a ena le bahlabani bohle, le banna bohle ba bahale. Morena a re ho Joshua: “O se ke wa ba tshaba, hobane ke se ke o neile bona. Ha ho monna le ya mong wa bona ya tla ema kapele ho wena.” Joshua a tsamaya bosiu bohle ho tloha Gilegale, mme a ba futuhela ka ho ba tsometsa. Morena a ba ferekanya, Baiseraele ba ba rinyetsa Gibeone. Ba ba phaladisa ho ya fihla lekgalong la Bete-Horone, mme ba ba bolaya ho ya fihla Aseka, le ho ya fihla Mekeda. Yare ha ba ntse ba baleha Baiseraele, ba le motheong wa Bete-Horone, Morena a ba nesetsa sefako se dinaka, se tswang lehodimong, ba ba ba ya fihla Aseka, mme ba eshwa. Ba bolailweng ke sefako ba eba bangata ho feta ba bolailweng ke Baiseraele ka sabole. Ka lona letsatsi leo, leo Morena a ileng a neelana ka Baamore ho bana ba Iseraele ka lona, Joshua a bua ho Morena, moo Baiseraele ba ntseng ba bona, a re: “Wena, letsatsi, ema themelele! hodima Gibeone! Le wena kgwedi, themelele! hodima Aiyalone!” Letsatsi la ema themelele! le kgwedi ya ema themelele! ho fihlela ha setjhaba se qetile ho iphetetsa ho dira tsa sona. Na hoo ha ho a ngolwa bukeng ya Jashare? Letsatsi la ema themelele! hara sepakapaka, la nka nako e ka etsang letsatsi lohle le sa potlakele ho dikela. Pele ho mona, le kamorao ho mona, ha ho eso be le letsatsi le kang lena, leo ka lona Morena a kileng a mamela lentswe la motho, hobane Morena o ne a lwanela Iseraele. Joshua a kgutlela diahelong tsa hae Gilegale, a ena le Baiseraele bohle. Dikgosi tsena tse hlano tsa baleha, tsa ipata ka lehaheng la Makeda. Joshua a tsebiswa, ha thwe: “Dikgosi tse hlano di fumanwe di ipatile ka lehaheng la Makeda.” Joshua a re: “Phikolosetsang majwe a maholo molomong wa lehaha, le bee balebedi moo, ba di lebele. Empa le se ke la dula moo; le phaladise dira tsa lona, le bolaye ba saletseng morao. Le se ke la ba dumella ho kena metseng ya bona, hobane Morena Modimo wa lona, o le neetse bona matsohong.” Ha Joshua le bana ba Iseraele ba qetile ho ba rinya, ho fihlela ba ba ba timela, haese masalla a bona a ileng a kena metseng e nang le diqhobosheane; setjhaba sohle sa kgutlela diahelong tsa Joshua tse Makeda, ka kgotso. Ha ho ya kileng a nyatsa bana ba Iseraele, leha e le ho nyefola e mong wa bona feela. Jwale Joshua a re: “Tlosang majwe molomong wa lehaha, le ntshe dikgosi tseo tse hlano ka lehaheng, le di tlise ho nna.” Ba etsa jwalo. Ba ntsha dikgosi tseo tse hlano ka lehaheng, ba di tlisa ho yena, e le kgosi ya Jerusalema, le kgosi ya Heborone, le kgosi ya Jaremute, le kgotsi ya Lakishe, le kgosi ya Egelone. Yare ha ba tlisa dikgosi tsena ho Joshua, Joshua a bitsa banna bohle ba Baiseraele, a re ho baokamedi ba bahlabani ba neng ba ile le yena: “Tloong, le tlo hata dikgosi tsena melaleng.” Ba tla, ba hata dikgosi tseo melaleng. Joshua a re ho bona: “Le se ke la tshaba kapa la tsieleha. Le be matla, le be sebete haholo, hobane dira tsa lona tsohle, tseo le di lwantshang, Morena o tla di etsa tjena.” Kamora tsena Joshua a otla dikgosi tseo, a di bolaya, a di leketlisa difateng tse hlano. Ditopo tsa tsona tsa leketla difateng moo ho fihlela mantsiboya. Ha letsatsi le dikela, Joshua a laela hore ba theole ditopo tseo difateng. Ba di akgela ka lehaheng leo dikgosi di neng di ipatile ka ho lona. Ba bea majwe a matonana molomong wa lehaha leo, mme majwe ao a ntse a le teng le kajeno-ya-bokajeno. Ka lona letsatsi leo Joshua a hapa motse wa Makeda, mme a bolaya kgosi ya wona ka sabole, a timetsa ho hang bohle ba neng ba phela motseng oo, a se ka a siya le ya mong. A etsa kgosi ya Makeda jwalokaha a ile a etsa kgosi ya Jeriko. Joshua, a ena le Baiseraele bohle, a tloha Makeda, a ya Lebena, mme a futuhela motse wa Lebena. Le wona motse ona Morena a neelana ka wona matsohong a bana ba Iseraele. A neelana le ka kgosi ya wona. Joshua a bolaya kgosi eo, le batho bohle ba phelang motseng oo, ka sabole, mme a se ke a siya le ya mong. Kgosi ya teng a e etsa jwalokaha a ile a etsa kgosi ya Jeriko. Joshua, a ena le Baiseraele bohle, a tloha Lebena, a ya Lakishe, a etsetsa motse oo thibella, a o futuhela. Morena a neelana ka motse oo wa Lakishe matsohong a bana ba Iseraele. Ka letsatsi la bobedi a o hapa, a bolaya batho bohle, ba neng ba phela motseng oo, ka sabole, ho latela sohle seo a ileng a se etsa motseng wa Lebena. Jwale Horame, kgosi ya Gesere, a phalla ho tla thusa motse wa Lakishe. Joshua a mmolaya le setjhaba sa hae, a se ke a siya le ya mong. Joshua, a ena le Baiseraele bohle, a tloha Lakishe, a ya Egelone, a etsetsa motse oo thibella, a o futuhela. Ka lona letsatsi leo ba o hapa, ba bolaya batho bohle ba neng ba phela ho wona, ka sabole. Batho bohle ba neng ba phela motseng oo a ba timetsa ho hang ka lona letsatsi leo, ho latela sohle seo a ileng a se etsa motseng wa Lakishe. Joshua, a ena le Baiseraele bohle, a tloha Egelone, a ya Heborone, mme ba futuhela motse oo. Ba o hapa, ba bolaya batho ba neng ba phela ho wona, ka sabole, ba ba bolaya le kgosi ya teng. Ba hapa le metsana yohle ya teng, ba bolaya batho bohle ba neng ba phela ho yona. A se ke a siya le ya mong, ho latela sohle seo a ileng a se etsa motseng wa Egelone. A o timetsa ho hang le batho ba neng ba phela ho wona. Joshua a kgutlela Debiri, a ena le Baiseraele bohle, a futuhela motse oo. Ba o hapa, ba hapa le kgosi ya wona, le metsana yohle ya teng, ba bolaya batho ba teng ka sabole, mme ba timetsa ho hang bohle ba neng ba phela teng. A se ke a siya le ya mong. Jwalokaha a ne a ile a etsa motseng wa Heborone, le motseng wa Debiri, le ho kgosi ya teng, a etsa jwalo le motseng wa Lebena, le ho kgosi ya teng. Ka mokgwa o jwalo, a bolaya baahi ba naha eo yohle e maralla, le e ka borwa, le e diphuleng, le e matswapong, le dikgosi tsohle tsa yona; a se ke a siya le ya mong. Tsohle tse phelang a di timetsa ho hang, jwalokaha Morena Modimo wa Iseraele, a ne a laetse. Joshua a bolaya tsohle ho tloha Kadeshe-Barenea ho ya fihla Gasa, le naheng yohle ya Goshene, le ho ya fihla Gibeone. Dikgosi tsena tsohle, le dinaha tsa tsona, Joshua a di hapa ka nako e le nngwe, hobane Morena Modimo wa Iseraele, o ne a lwanela Baiseraele. Jwale Joshua, a ena le Baiseraele bohle, a kgutlela diahelong tsa hae Gilegale. Ha Jabine, kgosi ya Hasore, a utlwa ditaba tsena, a romela molaetsa ho Jobabe, kgosi ya Madone, le ho kgosi ya Shimerone, le kgosi ya Akashafe. A o romela le ho dikgosi tsohle tse ka leboya, naheng e maralla, le Lewatleng la Letswai, ka borwa ho Kinerete, le diphuleng, le maralleng a Dore, ka bophirimela. A o romela le ho Bakanana, ka botjhabela, le ka bophirimela; le ho Baamore, le ho Bahete, le ho Baperise, le ho Bajebuse ba naheng e maralla; le ho Bahife ba neng ba le mosikong wa thaba ya Heremone, naheng ya Misepa. Bana ba futuha, e le bona le mabotho wohle a bona. E ne e le batho ba bangata, ba jwaloka lehlabathe le lebopong la lewatle; e le letshwele, le dipere, le dikariki tsa ntwa tse ngata. Dikgosi tsena tsohle tsa kopanya mabotho, mme hammoho tsa fihla tsa hloma metsing a Merome, ho lwantsha Baiseraele. Morena a re ho Joshua: “O se ke wa ba tshaba, hobane hosasane, ka yona nako ena, ke tla neelana ka bona ho Baiseraele e se e le ditopo. O tla kgaola mesifa ya dipere tsa bona, dikariki tsa bona tsa ntwa tsona o di tjhese ka mollo.” Joshua le bahlabani bohle ba neng ba ena le yena ba ba futuhela ka tsometso ha ba le metsing a Merome, ba ba lwantsha. Morena a neelana ka bona matsohong a Baiseraele, ba ba bolaya, ba ba phaladisa ho ya fihla Sidone e Kgolo, le ho ya fihla Miserefote-Maime, le ho ya fihla kgohlong ya Misepa, ka botjhabela. Ba ba bolaya, ba se ke ba siya le ya mong. Joshua a ba etsa jwalokaha Morena a ile a mo laela. A kgaola mesifa ya dipere tsa bona, dikariki tsa bona tsa ntwa tsona a di tjhesa ka mollo. Ka yona nako eo Joshua a kgutla, a hapa Hasore, mme kgosi ya teng a e bolaya ka sabole. Pele ho moo, Hasore e ne e le wona motse wa moreneng wa mebuso eo. Batho bohle ba neng ba phela moo ba ba bolaya ka sabole, mme ba ba timetsa ho hang, ha se ke ha sala le ya mong ya phelang. Motse wa Hasore ba o tjhesa ka mollo. Joshua a hapa metse yohle ya dikgosi tseo, a hapa le dikgosi tsa yona, a di bolaya ka sabole, mme a di timetsa ho hang, jwalokaha Moshe, mohlanka wa Morena, a ne a ile a laela. Empa ha e le metse yohle e hodima dithaba, yona Baiseraele ha ba a ka ba e tjhesa, haese Hasore feela, eo Joshua a ileng a e tjhesa. Bana ba Iseraele ba inkela thepa yohle ya metse ena, le diphoofolo, e le kgapo ya bona. Empa banna bohle bona ba ba bolaya ka sabole, ho tihlela ba ba timetsa; ba se ke ba siya le ya mong ya phelang. Jwalokaha Morena a ne a ile a laela Moshe, mohlanka wa hae, le Moshe a laela Joshua jwalo, mme Joshua a etsa jwalo. Ha ho letho la tsohle tseo Morena a neng a di laela Moshe, leo Joshua a sa kang a le phetha. Ka mokgwa o jwalo, Joshua a hapa naha eo yohle, e maralla, le naha yohle e ka borwa, le naha yohle ya Goshene, le naha e diphuleng, le naha ya Araba, le naha e maralla ya Iseraele, le diphula tsa yona. Ho tloha thabeng ya Halaka, ho ya fihla Seire, le ho ya fihla Baale-Gade, kgohlong ya Lebanone, mosikong wa thaba ya Heremone, Joshua a hapa dikgosi tsohle tsa dinaha tsena, a di otla, mme a di bolaya. Joshua a lwantsha dikgosi tsena ka nako e telele. Ha ho motse le o mong o ileng wa etsa kgotso le bana ba Iseraele, haese wa Bahife feela, e leng wa baahi ba Gibeone; e meng yohle ba ile ba e hapa ntweng. Morena o ne a thatafaditse dipelo tsa bona, hore ba tle ba lwantshe Baiseraele, e le hore ba tle ba timetswe ho hang, ba se ke ba hauhelwa; ba timetswe jwalokaha Morena a laetse Moshe. Ka yona nako eo, Joshua a fihla a fedisa Baanake naheng e maralla, le Heborone, le Debiri, le Anabe, le naheng yohle e maralla ya Juda, le naheng yohle e maralla ya Iseraele. Joshua a ba timetsa ho hang, mmoho le metse ya bona. Ha ho le ya mong wa Baanake ya ileng a sala naheng ya bana ba Iseraele, haese Gasa, le Gate, le Ashedode feela, moo methwaela e ileng ya sala. Ka mokgwa o jwalo Joshua a hapa naha yohle, ho ya ka tsohle tseo Morena a ileng a di laela Moshe. Joshua a nea Baiseraele naha eo e le lefa la bona, ho ya ka dikarolo tsa bona, le ka merabe ya bona. Jwale naha ya phomola, ya hloka ntwa. Tsena ke dikgosi tsa dinaha tseo bana ba Iseraele ba ileng ba di hlola. Ba hapa naha ya tsona e kamose wane ho Jorodane, ka botjhabela, ho tloha Kgohlong ya Arenone, ho ya fihla thabeng ya Heremone, le Araba yohle ka botjhabela. Ba hapa ya Sithone, kgosi ya Baamore, e neng a ahile Heshebone, e busa ho tloha Arowere e pela lebopo la noka ya Arenone, bohareng ba kgohlo; e busa le karolo e nngwe ya Gileade, ho ya fihla Jaboko, e leng moedi wa Baamone. E busa le Araba, ho ya fihla lewatleng la Kinerete ka botjhabela, le ho ya fihla lewatleng la Araba, e leng Lewatle la Letswai; e busa le ka botjhabela, tseleng e yang Bete-Jeshimote, ka borwa, tlasa matswapo a Pisega. Ba hapa le naha ya Oge, kgosi ya Bashabane, e nngwe ya masalla a Refaine, e neng a ahile Ashetarote le Ederei. E ne e busa thabeng ya Heremone, le Saleka, le naheng yohle ya Bashane, ho ya fihla moeding wa Bageshure, le Bamaaka, le karolo e nngwe ya Gileade, le ho ya fihla moeding wa Sihone, kgosi ya Heshebone. Moshe, mohlanka wa Morena, a ena le bana ba Iseraele, ba bolaya dikgosi tseo, mme Moshe, mohlanka wa Morena, a nea ba morabe wa Rubene, le ba morabe wa Gade, le ba karolo e nngwe ya morabe wa Manase, naha eo, hore e be lefa la bona. Tsena ke dikgosi tsa naha eo, tseo Joshua, a ena le bana ba Iseraele, a neng a di bolaye kamose wane ho Jorodane, ka bophirimela, ho tloha Baale-Gade, kgohlong ya Lebanone, ho ya fihla thabeng ya Halaka, e nyolosetsang Seire. Joshua a abela merabe ya Iseraele naha ena, hore e be ya yona, ho ya ka dikarolo tsa yona. A e abela le naha e maralleng, le e diphuleng, le ya Araba, le e matswapong, le e lehwatateng, le e ka borwa, le naha ya Bahete, le ya Baamore, le ya Bakanana, le ya Baperise, le ya Bahife, le ya Bajebuse. Ha bolawa kgosi ya Jeriko, le kgosi ya Ai e pela Bethele, le kgosi ya Jerusalema, le kgosi ya Heborone, le kgosi ya Jaremute, le kgosi ya Lakishe, le kgosi ya Egelone, le kgosi ya Gesere, le kgosi ya Debiri, le kgosi ya Gedere, le kgosi ya Horema, le kgosi ya Arada, le kgosi ya Lebena, le kgosi ya Adulame, le kgosi ya Makeda, le kgosi ya Bethele; le kgosi ya Tapua, le kgosi ya Hefere, le kgosi ya Afeke, le kgosi ya Lasharone, le kgosi ya Madone, le kgosi ya Hasore, le kgosi ya Shimerone-Merone, le kgosi ya Akashate, le kgosi ya Taanake, le kgosi ya Megido, le kgosi ya Kedeshe, le kgosi ya Jokoneame e Karamele, le kgosi ya Dore e maralleng a Dore, le kgosi ya Koime e Gilegale, le kgosi ya Tiresa. Dikgosi tsena tsohle di ne di le mashome a mararo a motso o mong. Joshua o ne a tsofetse, mme dilemo tsa hae di se di ile. Morena a re ho yena: “O tsofetse, mme dilemo tsa hao di ile, empa ho sa setse naha e kgolo, e lokelang ho hapuwa. “Ena ke naha e sa setseng: Ditereke tsohle tsa Bafilesita, le tsohle tsa Bageshure. E tloha Shihore e ka botjhabela ho Egepeta, ho ya fihla moeding wa Ekerone, ka leboya, eo e leng ya Bakanana. Ke ya mahosana a mahlano a Bafilesita, e leng a Gasa, le a Ashedode, le a Ashekelone, le a Gade, le a Ekerone, le a Baafa ka borwa. Ho tloha ka borwa, naha yohle ya Bakanana, le ya Meara, eo e neng e le ya Basidone, ho ya fihla Afeke, le ho ya fihla moeding wa Baamore. Le naha ya Bagebale le Lebanone yohle, ho ya fihla botjhabela, ho tloha Baale-Gade e mosikong wa thaba ya Heremone, ho ya fihla lekgalong la Hamate. “Baahi bohle ba naha e maralla, ho tloha Lebanone, ho ya fihla Miserefote-Maime, le Basidone bohle, ke tla ba leleka kapele ho bana ba Iseraele. Dinaha tsena o di abele bana ba Iseraele e le lefa la bona, jwalokaha ke o laetse. Ka baka lena, abela merabe ena e robong, le karolo e nngwe ya morabe wa Manase, naha ena, hore e be lefa la yona.” Karolo e nngwe ya morabe wa Manase, le morabe wa Rubene, le morabe wa Gade, e ne e se e amohetse lefa la naha, leo Moshe a e abetseng lona ka botjhabela, mose wane ho Jorodane, jwalokaha Moshe, mohlanka wa Morena, a ile a ba abela lona. Ho tloha Arowere e lebopong la noka ya Arenone, le motse o kahara kgohlo, le phula yohle e tlohang Medeba ho ya fihla Dibone; le metse yohle ya Sihone, kgosi ya Baamore, ya neng a busa Heshebone, ho ya fihla moeding wa bana ba Amone. Le Gileade yohle le meedi ya Bageshure, le ya Bamaaka, le thaba yohle ya Heremone, le Bashane yohle ho ya fihla Saleka, le naha yohle e Bashane, ya Oge, ya neng a busa Ashetarote le Ederei, e leng e mong wa masalla a Barefaime. Bana Moshe o ile a ba hlola, a hapa naha ya bona. Leha ho le jwalo, bana ba Iseraele ha ba a ka ba leleka Bageshure le Bamaaka; kahoo Bageshure le Bamaaka ba aha hara Baiseraele, ho fihlela kajeno-ya-bokajeno. Ke Balevi feela bao a sa kang a ba abela lefa. Dinyehelo tsa setjheso, tsa Morena Modimo wa Iseraele, ke lona lefa la bona, jwalokaha Morena a ne a ba tshepise. Moshe a abela bana ba morabe wa Rubene naha, ho ya ka malapa abo bona. Moedi wa bona o ne o tloha Arowere e lebopong la noka ya Arenone, le motseng o kahara kgohlo, le phula yohle e pela Medeba, le Heshebone, le metse yohle ya yona e phuleng: Dibone, le Bamote-Baale, le Bete-Baale-Meone, le Jahase, le Kedemote, le Mefaata, le Kiriataime, le Sibema, le Serete-Shahara e hodima leralla la kgohlo, le Bete-Peore, le matswapo a Pisega, le Bete-Jeshimote, le metse yohle e phuleng, le naha yohle ya Sihone, kgosi ya Baamore, ya neng a busa Heshebone, eo Moshe a neng a mmolaye hammoho le mahosana a Midiane: Efi, le Rekeme, le Sure, le Hure, le Reba, e leng mahosana a Sihone, a neng a ahile naheng ena. E mong wa ba bolailweng ke bana ba Iseraele ka sabole e ne e le Bileame wa senohe, mora wa Beore. Moedi wa bana ba Rubene o ne o fella Jorodane. Lena e ne e le lefa la bana ba Rubene, ho ya ka malapa abo bona, e leng metse le metsana ya yona. Moshe a abela bana ba morabe wa Gade naha, ho ya ka malapa abo bona. Moedi wa bona e ne e le Jasere le metse yohle ya Gileade, le karolo e nngwe ya naha ya bana ba Amone, ho ya fihla Arowere, kapele ho Raba; le ho tloha Heshebone, ho ya fihla Rama-Misepa, le Betonime, le ho tloha Mahanaime ho ya fihla moeding wa Debiri; le ka kgohlong ya Bete-Harame, le Bete-Nimera, le Sukote, le Safone, le karolo e setseng ya naha ya Sihone, kgosi ya Heshebone; le lebopo la Jorodane e le moedi o ilo fihla lebopong la lewatle la Kinerete, ka botjhabela ho Jorodane. Lena ke lefa la bana ba Gade, ho ya ka malapa abo bona, e leng metse le metsana ya yona. Moshe a abela karolo e nngwe ya morabe wa Manase naha. E ne e le karolo e nngwe ya bana ba morabe wa Manase, ho ya ka malapa abo bona. Moedi wa bona o ne o tloha Mahanaime, le Bashane yohle, le naha eohle ya Oge, kgosi ya Bashane, le metsaneng yohle ya Jaire e mashome a tsheletseng, e neng e le Bashane. Le karolo e nngwe ya Gileade, le Ashetarote, le Ederei, e leng metse ya naha ya Oge e Bashane. Ena e ne e le ya bana ba Makiri, mora wa Manase, le ya karolo e nngwe ya bana ba Makiri, ho ya ka malapa abo bona. Tsena ke dinaha tseo Moshe a ileng a di aba e le lefa diphuleng tsa Moabe, kamose wane ho Jorodane, ka botjhabela ho Jeriko. Empa Moshe ha a a ka a nea Balevi lefa, hobane Morena Modimo wa Iseraele, ke yena lefa la bona, jwalokaha a ne a ba tshepise. Tsena ke dinaha tseo bana ba Iseraele ba ileng ba di ja lefa naheng ya Kanana. Ba ne ba di abelwe ke moprista Eleasare, le Joshua mora wa Nune, le dihlooho tsa malapa a merabe ya bana ba Iseraele. Lefa leo la ajwa ka lotho, la abelwa merabe e robong le karolo e nngwe ya morabe wa Manase, jwalokaha Morena a ne a laetse Moshe. Moshe o ne a se a abetse merabe e mmedi, le karolo e nngwe ya morabe naha e kamose wane ho Jorodane; feela Balevi bona a se ke a ba abela lefa hara Baiseraele, hobane bana ba Josefa e ne e le merabe e mmedi: wa Manase le wa Efraime. Balevi bona ha ba a ka ba abelwa naha, haese metse ya bodulo, le dibakana tse e potapotileng, hore e be tsa makgulo a dikgomo tsa bona, le a mehlape ya bona. Jwalokaha Morena a ne a laetse Moshe, bana ba Iseraele ba etsa jwalo, ba aba naha. Bana ba Juda ba ya ho Joshua ha a le Gilegale, mme Kalebe, mora wa Jefune wa Mokenase, a re ho yena: “O tseba seo Morena a neng a se bue ho Moshe, mohlanka wa Modimo, malebana le nna, le malebana le wena, ha re le Kadeshe-Barenea. Ke ne ke ena le dilemo tse mashome a mane ha Moshe, mohlanka wa Morena, a nthoma re le Kadeshe-Barenea, hore ke yo hlwela naha, mme yare ha ke kgutla ka fihla ka mmulela sefuba sa ka. Bana beso, ba neng ba ile le nna, ba fihla ba nyahamisa setjhaba dipelo, empa nna ke ile ka latela Morena Modimo wa ka, ka ho tlala. Ka lona letsatsi leo, Moshe a hlapanya, a re: Ruri, naha eo leoto la hao le kileng la hata hodima yona, e tla ba ya hao, le ya bana ba hao kamehla, hobane o ile wa latela Morena Modimo wa ka, ka ho tlala. “Jwale bona, ka dilemo tsena tse mashome a mane a metso e mehlano, ho tloha mohla Morena a buang lentswe lena ho Moshe, ha Baiseraele ba ntse ba lelera lehwatateng, Morena o babaletse bophelo ba ka, jwalokaha a ne a bue, mme ke mona kajeno ke na le dilemo tse mashome a robedi a metso e mehlano. Empa le kajeno ke ntse ke le matla jwaloka mohla Moshe a neng a nthoma. Matla a ka a kajeno a ntse a ka a nako yona yane; e ka ba matla a ho lwana, kapa a ho itsamaela feela. Ka baka leo he, nnee naha ena e maralla eo Morena a neng a bue ka yona mohla letsatsi leo. Etswe wena o ne o ikutlwele ka lona letsatsi leo, hore Baanake ba phela moo, mme metse ya bona ke ya metonana, ya diqhobosheane. Mohlomong Morena o tla ba le nna ha ke le moo, mme ke ba leleke teng, jwalokaha Morena a buile.” Joshua a hlohonolofatsa Kalebe, mora wa Jefune, mme a mo nea Heborone, hore e be lefa la hae. Ka baka lena, Heborone ya eba lefa la Kalebe, mora wa Jefune wa Mokenase, ho fihlela kajeno-ya-bokajeno, hobane a ne a ile a latela Morena Modimo wa Iseraele, ka ho tlala. Pele ho moo, lebitso la Heborone e ne e le Motse wa Areba, mme Areba e ne e le senatlahadi hara Baanake. Jwale naha ya phomola, ya hloka ntwa. Naha eo bana ba morabe wa Juda, ho ya ka malapa abo bona, ba ileng ba e abelwa ka lotho, e ne e fihla moeding wa Edomo, le ho ya fihla ka borwa ho lehwatata la Sine, qetheng ya karolo e ka borwa. Ka borwa moedi wa bona o ne o tloha qetheng ya karolo ya Lewatle la Letswai, koung e shebileng borwa. Ho tloha moo o lebe ka borwa ho moepa wa Akarabime, o fetele Sine, o yo nyoloha ka borwa ho Kadeshe-Barenea, o fete pela Heserone, o nyolohele Adare, o nto thinyetsa Karaka. Jwale moedi ona o fete pela Asamone, o nyolose ka molatswana wa Egepeta, ebe o ilo fella lewatleng. Ona e tla ba wona moedi wa bona ka borwa. Ka botjhabela moedi o ne o tloha Lewatleng la Letswai, o be o yo fihla molomong wa Jorodane. Ka leboya moedi o ne o tloha koung ya lewatle, moo Jorodane e kenang lewatleng teng. Moedi o ne o nyolosetsa Bete-Hogela, o yo pota ka leboya ho Bete-Araba, o nyolose hape ho ya fihla Lefikeng la Bohane, mora wa Rubene. Moedi o nyolohe Debiri, ho tloha kgohlong ya Akore, ho ya leboya, o nto thinyetsa Gilegale e lebaneng le moepa wa Adumime e ka lehlakoreng le ka borwa la molatswana. Jwale o fetele metsing a Ene-Shemeshe, o yo fella Sedibeng sa Rogele. Moedi o nyolose ka kgohlo ya mora wa Hinome, ka lehlakoreng le ka borwa ho Bajebuse -- ke yona Jerusalema -- o nyolohele tlhorong ya thaba e kapele ho kgohlo ya Hinome, ka bophirimela, e leng ka leboya qetheng ya kgohlwana ya Refaime. Jwale moedi wa sehwa ho tloha tlhorong ya thaba, ho ya fihla sedibeng sa metsi a Nefetwa; wa fetela metseng ya thaba ya Eferone. Wa boela wa sehwa ho ya Baala -- ke yona Kiriate-Jearime. Jwale moedi o thinyetse ka bophirimela ho Baala, ho ya fihla thabeng ya Seire, ebe o fetela leropong le ka leboya la thaba ya Jearime -- ke yona Kesalone -- wa theosa ho ya fihla Bete-Shemeshe, wa ya feta Timina. Moedi ona wa leba leropong la Ekerone le ka leboya, wa sehwa ho ya fihla Shikarone, wa fetela thabeng ya Baala, wa fetela le Jabeneele, wa ya fella lewatleng. Ka bophirimela moedi e ne e le Lewatle le Leholo le lebopo la lona. Ona ke wona moedi wa bana ba Juda, ho ya ka malapa abo bona. Ho ya ka taelo ya Morena ho Joshua, Kalebe, mora wa Jefune, o ile a abelwa karolo ya naha hara bana ba Juda; a mo abela le motse wa Areba, mme Areba e ne e le ntata Anake. Ke yona Heborone. Naheng eo, Kalebe a leleka bara ba bararo ba Anake, e leng Sheshai, le Ahimane, le Talamai, ditloholo tsa Anake. Kalebe a nyoloha teng, a futuhela baahi ba motse wa Debiri. Lebitso la pele la motse wa Debiri e ne e le Kiriate-Sefere. Yaba Kalebe o re: “Mang kapa mang ya ka futuhelang motse wa Kiriate-Sefere, mme a o hapa, ke tla mo nea moradi wa ka Akasa, hore e be mosadi wa hae.” Yaba Oteniele, mora wa Kenase, ngwanabo Kalebe, o hapa Kiriate-Sefere, mme Kalebe a mo nea moradi wa hae hore e be mosadi wa hae. Ha Akasa a fihla ho Oteniele, Oteniele a mo pheella hore a kope ntatae, Kalebe, a ke a mo qothele naha. Ha Akasa a tholoha tonki ya hae, Kalebe a re ho yena: “O batlang?” Akasa a re: “Ako mphe mpho e nngwe hape. Erekaha o nneile naha ya Negebe, ako mphe le didiba.” Kalebe a mo nea didiba tse hodimo le tse tlase. Lena ke lona lefa la morabe wa bana ba Juda, ho ya ka malapa abo bona. Karolong ya naha ya morabe wa bana ba Juda, metse e holehole ho ya moeding wa Edomo, ka borwa, e ne e le Kabeseele, le Edere, le Jagure, le Kina, le Dimona, le Adada, le Kedeshe, le Hasore, le Jitenane, le Sife, le Teleme, le Bealote, le Hasore-Hadata, le Keriote-Heserone, e leng Hasore, le Amame, le Shema, le Molada, le Hasere-Gada, le Heshemone, le Bete-Pelete, le Hasere-Shuale, le Beeresheba, le Bisiotia, le Baala, le Ijime, le Eseme, le Eletolade, le Kesile, le Horema, le Sikelage le Mademana, le Sanesanna, le Lebaote, le Shilehime, le Aine, le Rimone. Metse ena e ne e le mashome a mabedi a metso e robong, le metsana ya yona. Diphuleng metse e ne e le Eshetaole, le Sora, le Ashena, le Sanowa, le Ene-Gannime, le Tapua, le Ename, le Jaremute, le Adulame, le Soko, le Aseka, le Shaaraime, le Aditaime, le Gedera, le Gederotaime. Metse ena e ne e le leshome le metso e mene, le metsana ya yona. E nto ba Senane, le Hadasha, le Migedale-Gade, le Dilane, le Misepa, le Jokothele, le Lakishe, le Bosekate, le Egelone, le Kabone, le Lahamase, le Kiteleshe, le Gederote, le Bete-Dagone, le Naama, le Makeda. Metse ena e ne e le leshome le metso e tsheletseng, le metsana ya yona. E be Lebena, le Etere, le Ashane, le Jifeta, le Ashena, le Nesibe, le Keila, le Akasibe, le Maresha. Metse ena e ne e le robong, le metsana ya yona. E be Ekerone, le metse ya yona, le metsana ya yona. Ho tloha Ekerone, ho ya fihla lewatleng, e be metse yohle, le metsana ya yona, e pela Ashedode. E ntano ba Ashedode, le metse le metsana ya yona, le Gasa, le metse le metsana ya yona, ho ya fihla molatswaneng wa Egepeta, le Lewatleng le Leholo, le mabopong a lona. Naheng e maralla metse e ne e le ena: Shamire, le Jatire, le Soko, le Dana, le Kiriate-Sanna, e leng Debiri, le Anabe, le Eshetemoa, le Anime, le Goshene, le Holone, le Gilo. Metse ena e ne e le leshome le motso o mong, le metsana ya yona. E be Arabe, le Duma, le Eshane, le Janume, le Bete-Tapua, le Afeka, le Humeta, le Motse wa Areba, e leng Heborone, le Siore. Metse ena e ne e le robong, le metsana ya yona. E be Maone, le Karamele, le Sife, le Juta, le Jesereele, le Jokodeame, le Sanowa, le Kaine, le Gibea, le Timina. Metse ena e ne e le leshome, le metsana ya yona. E be Halehule, le Bete-Sure, le Gedore, le Maarate, le Bete-Anote, le Eletekone. Metse ena e ne e tsheletse, le metsana ya yona. E be Kiriate-Baale, e leng Kiriate-Jearime, le Raba. Metse ena e ne e le mmedi, le metsana ya yona. Lehwatateng e ne e le Bete-Araba, le Midine, le Sekaka, le Nibeshane, le Motse wa Letswai, le Ene-Gedi. Metse ena, e ne e tsheletse, le metsana ya yona. Ha e le Bajebuse bona, e leng baahi ba Jerusalema, bana ba Juda ba ile ba sitwa ho ba leleka. Ke ka baka leo le kajeno-ya-bokajeno, Bajebuse ba ntseng ba ahile Jerusalema, mmoho le bana ba Juda. Lotho la abela bana ba Josefa naha e tlohang Jorodane, pela Jeriko, ka botjhabela ho didiba tsa Jeriko, ho ya fihla lehwatateng; le ho tloha Jeriko, ho nyolosa hara naha e maralla, ho ya fihla Bethele. Moedi wa tloha Bethele ho ya fihla Lose, wa fetela pele ho ya fihla moeding wa Baareki le ho ya fihla Atarote. Moedi wa theohela bophirimela, ho ya fihla naheng ya Bajafelete, le moeding wa Bete-Horone e tlase, le ho ya fihla Gesere, wa ya fella lewatleng. Bana ba Josefa, le ba Manase, le ba Efraime, ba ile ba fumana lefa la bona hona moo. Moedi wa naha ya bana ba Efraime, ho ya ka malapa abo bona, ya eba ona: Ka botjhabela moedi wa naha ya bona o ne o tloha Atarote-Adare, o ya fihla Bete-Horone e hodimo. Moedi o lebe bophirimela, Mikemetate e be ka leboya ho wona; o thinyetse ka botjhabela ho ya fihla Taanate-Shilo, o fihle o fete pela yona ka botjhabela ho Janoha. Ho tloha Janoha o theosetse Atarote le Naarate, o yo fihla Jeriko, o felle Jorodane. Ho tloha Tapua moedi o ne o leba bophirimela, ho ya fihla molatswaneng wa Kana, o yo fella lewatleng. Ena ke yona naha ya morabe wa bana ba Efraime, ho ya ka malapa abo bona; hammoho le metse, le metsana yohle, e neng e abetswe bana ba Efraime, e fumanwa hara naha eo e neng e le lefa la bana ba Manase. Leha ha le jwalo ha ba a ka ba ba ba leleka Bakanana ba neng ba ahile Gesere. Bakanana ba nnile ba aha hara bana ba Efraime ho fihlela kajeno-ya-bokajeno, mme ba fetoha makgoba a sebetsang ka thata. Lotho la abela morabe wa Manase naha, hobane e ne e le letsibolo la Josefa. Ha e le Makiri, letsibolo la Manase, ntata Gileade, o ile a abelwa naha ya Gileade, le ya Bashane, hobane e ne e le mohlabani. Naha e abilweng ka lotho ya eba karolo e nngwe ya bana ba morabe wa Manase, ho ya ka malapa abo bona; le ya bana ba Abiesere, le ya bana ba Heleke, le ya bana ba Aserele, le ya bana ba Shekeme, le ya bana ba Hefere, le ya bana ba Shemida. Bana e ne e le bana ba batona ba Manase, mora wa Josefa, ho ya ka malapa abo bona. Empa Selofehade, mora wa Hefere, mora wa Gileade, mora wa Makiri, mora wa Manase, yena o ne a se na bara, haese baradi feela. Mabitso a baradi bao e ne e le Mahla, le Nowa, le Hogela, le Mileka, le Tiresa. Baradi bana ba tla kapele ho moprista Eleasare, le kapele ho Joshua, mora wa Nune, le kapele ho mahosana, ba re: “Morena o laetse Moshe hore a re nee lefa lefeng la dikgaitsedi tsa rona.” Ka baka leo, ka taelo ya Morena, Joshua a ba abela lefa lefeng la bana babo ntata bona. Manase o ile a fumana dikarolo tse leshome, ntle ho naha ya Gileade le ya Bashane, e kamose wane ho Jorodane, hobane baradi ba Manase ba ile ba fumana lefa lefeng la bana ba hae. Naha ya Gileade yona e ile ya eba ya bara ba bang ba Manase. Moedi wa naha ya Manase o ne o tloha Ashere ho ya fihla Mikemetate, ka botjhabela ho Shekeme, ebe o thinyetsa ka letsohong le letona ho leba naheng ya baahi ba Ene-Tapua. Naha ya Tapua e ne e le ya Manase, athe motse wa Tapua o neng o le moeding wa Manase, wona e ne e le wa bana ba Efraime. Moedi wa theosa ho ya fihla molatswaneng wa Kana. Metse e ka borwa ho molatswana oo, e hara metse ya Manase, yona e ne e le ya Efraime. Moedi wa naha ya Manase o ne o le ka leboya ho molatswana oo, o ilo fella lewatleng. Ka borwa e ne e le ha Efraime, ka leboya e le ha Manase, lewatle e le moedi wa bona. Ka leboya moedi o ne o fihla Ashere, ka botjhabela o fihla ha Isakare. Naheng ya Isakare le ya Ashere, Manase o ile a abelwa Bete-Sheane le metsana ya yona, le Jibeleame le metsana ya yona, le baahi ba Dore le metsana ya yona, le baahi ba Ene-Dore le metsana ya yona, le baahi ba Taanake le metsana ya yona, le baahi ba Megido le metsana ya yona, le ditereke tse tharo tse maralla. Leha ho le jwalo, bana ba Manase ba ile ba sitwa ho leleka baahi ba metse eo, mme Bakanana le bona ba ikemisetsa ho dula naheng eo. Yare ha bana ba Iseraele ba se ba matlafetse, ba fetola Bakanana makgoba. Empa ha ba a ka ba ba leleka ho hang. Bana ba Josefa ba bua ho Joshua, ba re: “Ke ka baka lang ha o re file seabo se le seng le karolo e le nngwe feela e le lefa la rona, empa o bona hore re setjhaba se seholo, mme ho fihlela jwale Morena a nnile a re hlohonolofatsa?” Yaba Joshua o re ho bona: “Haeba le le setjhaba se seholo, nyolohelang morung mane, mme le hleke difate naheng ya Baperise, le ya Barefaime, hobane sebaka sena sa naha e maralla se senyenyane bakeng sa lona.” Bana ba Josefa ba re: “Naha e maralla ha e a re lekana. Bakanana bohle ba ahileng naheng e kgohlong, le ba ahileng Bete-Sheane le metsaneng ya yona, le ba ahileng kgohlong ya Jiserele ba na le dikariki tsa ntwa, tse entsweng ka tshepe.” Yaba Joshua o bua le ba ntlo ya Josefa, e leng ba ntlo ya Efraime, le ba ntlo ya Manase, o re: “Le setjhaba se seholo, se matla haholo; le ke ke la fumana seabo se le seng feela. Naha e maralla e tla ba ya lona, hobane leha e tletse meru le tla e hleka, e be ya lona ho ya fihla meeding ya yona. Leha Bakanana ba ena le dikariki tsa ntwa, tse entsweng ka tshepe, mme ba le matla, le tla ba leleka.” Setjhaba sohle sa bana ba Iseraele sa phuthehela Shilo, mme sa hloma Tente ya Morena hona moo, hobane se ne se se se hapile naha eo. Hara bana ba Iseraele ho ne ho setse merabe e supileng, e neng e eso ka e abelwa lefa la yona. Yaba Joshua o re ho bana ba Iseraele: “Le tla dikadika ho le hokae ho ya, le ya hapa naha eo Morena Modimo wa bo-ntata lona, a le neileng yona? Nkgetheleng banna ba bararo morabeng o mong le o mong. Ke tla ba roma, mme ba tla ya, ba lekole naha eo, ba bone hore na e ka arolwa jwang hore e be lefa la merabe eo, ebe jwale ba kgutlela ho nna. Naha eo le e arole dikarolo tse supileng. Moedi wa morabe wa Juda o tla nne o be ka borwa, mme moedi wa morabe wa Josefa o nne o be ka leboya. Naha ena le e arole ka dikarolo tse supileng, ebe le ntlisetsa seo le se ngotseng, mme ke tla le etsetsa lotho mona, kapele ho Morena Modimo wa lona. Balevi bona ha ba na lefa mona hara lona, hobane ho ba baprista ba Morena ke lona lefa la bona. Gade, le Rubene, le karolo e nngwe ya morabe wa Manase, bona ba se ba fumane lefa la bona ka botjhabela, mose wane ho Jorodane, e leng lefa leo Moshe, mohlanka wa Morena, a neng a ba nee lona.” Banna bao ba ema, ba tsamaya. Joshua a laela bao ba yang ho lekola naha, a re: “Eyang, le lekole naha eo, le ngole dikarolo tsa yona, le nto kgutlela ho nna. Nna ke tla le laolela yona ka lotho mona Shilo, kapele ho Morena.” Banna bao ba tloha, ba lekola naha, ba e ngodisa bukeng ho ya ka metse ya yona, ba e arola dikarolo tse supileng, jwale ba kgutlela ho Joshua diahelong tsa Shilo. Joshua a ba abela yona ka lotho, a le Shilo, kapele ho Morena. Joshua a arolela bana ba Iseraele naha eo, ho ya ka merabe ya bona. Ba morabe wa Benjamine, ho ya ka malapa abo bona, lotho la ba abela naha e pakeng tsa bana ba Juda le bana ba Josefa. Ka lehlakoreng le ka leboya moedi wa bona o ne o tloha nokeng ya Jorodane, o nyolosetsa lehlakoreng la Jeriko le ka leboya, o nyolose hara naha e maralla, ka bophirimela, o yo fella lehwatateng la Bete-Afene. Ho tloha moo moedi o ne o feta lehlakoreng le ka borwa ho Lose, e leng Bethele, ebe o theohela Atarote-Adare, pela thaba e ka borwa ho Bete-Horone e tlase. Moedi wa sehwa, wa pota lehlakoreng le ka bophirimela, wa leba borwa, ho tloha thabeng e tadimaneng le Bete-Horone ka borwa, wa ya fella Kiriate-Baale, e leng Kiriate-Jearime, motse wa bana ba Juda. Ena e ne e le karolo e ka bophirimela. Ka borwa moedi o ne o tloha qetheng ya Kiriate-Jearime, ebe o leba bophirimela, o yo fihla sedibeng sa Nefetwa. Jwale moedi o theohele qetheng ya thaba e malebana le kgohlo ya Mora wa Hinome, e ka leboya ho kgohlo ya Refaime. Ho tloha moo o theohele kgohlong ya Hinome, lehlakoreng le ka borwa ho Bajebuse, o be o theohele Sedibeng sa Rogele. Moedi wa sehwa ka leboya, wa ya fella Ene-Shemeshe le Gelelote e malebana le moepa wa Adumime. Ho tloha moo moedi wa theohela Lefikeng la Bohane, mora wa Rubene. Wa ikgohla ka phula, wa leba leboya ho Araba, wa nto theohela ka phuleng. Moedi wa boela wa fetela lehlakoreng le ka leboya ho Bete-Hogola, wa ya fella koung e ka leboya ho Lewatle la Letswai, ka lehlakoreng le ka borwa ho Jorodane. Ona ke moedi o ka borwa. Ka botjhabela moedi e ne e le Jorodane. Ena ke yona naha ya morabe wa bana ba Benjamine, le meedi ya yona, ho ya ka malapa abo bona. Metse ya morabe wa bana ba Benjamine, ho ya ka malapa abo bona, e ne e le ena: Jeriko, le Bete-Hogola, le Emeke-Kesise, le Bete-Araba, le Semaraime, le Bethele, le Afime, le Para, le Ofera, le Kefare-Amoni, le Ofeni, le Geba. Ke metse e leshome le metso e mmedi. Metsana ya yona ke ena: Gibeone, le Rama, le Beerote, le Misepa, le Kefira, le Mosa, le Rekeme, le Jirepeele, le Tarala, le Sela, le Elefe, le Jebuse, e leng Jerusalema, le Gibeata, le Kiriate. Kaofela ha yona ke metse e leshome le metso e mene le metsana ya yona. Ena ke yona naha ya morabe wa bana ba Benjamine, ho ya ka malapa abo bona. Jwale ha tswa lotho la bobedi, la bana ba morabe wa Simeone, ho ya ka malapa abo bona. Naha ya bona e ne e le kahara naha ya bana ba Juda. Naha eo ya bona e ne e le Beeresheba, le Sheba, le Molada, le Hasere-Shuale, le Bala, le Eseme, le Eletolade, le Bethule, le Horema, le Sikelage, le Bete-Marakabote, le Hasere-Susa, le Bete-Labaote, le Sharuhene. E ne e le metse e leshome le metso e meraro, le metsana ya yona. Hape e le Aine, le Rimone, le Etere, le Ashane; metse e mene le metsana ya yona. Le metse yohle e neng e potapotile metse eo, ho ya fihla Baalate-Beere, le Rama e ka borwa. Ena ke yona naha ya morabe wa bana ba Simeone, ho ya ka malapa abo bona. Kaha karolo ya bana ba Juda e ne e le kgolo ho feta palo ya bona, karolo e nngwe ya naha eo ya bana ba Juda e ile ya abelwa bana ba Simeone. Ka baka leo, naha ya bana ba Simeone e ne e le kahara naha ya bana ba Juda. Jwale ha tswa lotho la boraro la bana ba Sebulone, ho ya ka malapa abo bona. Moedi wa naha ya bona o ne o fihla Saride. Moedi wa bona o ne o nyoloha ka bophirimela ho ya fihla Marala, le ho ya fihla Dabeshete, le ho ya fihla molatswaneng o ka botjhabela ho Jokoneame. Ho tloha Saride o thinyetse ka botjhabela, o yo fihla moeding wa Kiselote-Tabore, ebe o fetela Daberate, o nyolohele Jafia. Ho tloha moo o fetele nqa botjhabela, ho ya Gate-Hefere, le Itakasine; ebe o fetela Rimone-Metware, o yo fihla Nea. Ka leboya moedi o thinyetsa Hanatone, o yo fella Kgohlong ya Jifetahele. Metse e ne e le Katate, le Nahalole, le Shimerone, le Jidala, le Betlelehema; e le metse e leshome le metso e mmedi, le metsana ya yona. Ena ke naha ya bana ba Sebulone, le metse ena le metsana ya yona, ho ya ka malapa abo bona. Lotho la bone la tswa e le la bana ba Isakare; ke ho re bana ba Isakare ho ya ka malapa abo bona. Moedi wa bona o ne o fihla Jesereele, le Kesulote, le Shuneme, le Hafaraime, le Shione, le Anahara, le Rabite, le Kishione, le Ebese, le Remete, le Ene-Gannime, le Ene-Hada, le Bete-Pasese. Moedi o ne o fihla Tabore, le Shahasaime, le Bete-Shemeshe; o yo fella Jorodane. E ne e le metse e leshome le metso e tsheletseng, le metsana ya yona. Ena ke naha ya morabe wa bana ba Isakare, le metse le metsana ya yona, ho ya ka malapa abo bona. Jwale ha tswa lotho la bohlano, la bana ba morabe wa Ashere, ho ya ka malapa abo bona. Moedi wa bona o ne o akareleditse Helekate, le Hale, le Betene, le Akashafe, le Alameleke, le Amade, le Mishale. Ka bophirimela o ne o fihla Karamele le Shihore-Lebenate. O thinyetse ka nqa botjhabela, o lebe Bete-Dagone, o yo fihla Sebulone le Kgohlong ya Jifetahele, ka leboya ho Bete-Emeke le Neiele. O lopalle ho ya Kabule, ka ho le letshehadi. O ye Eberone, le Rehobe, le Hamone, le Kana, ho ya fihla Sidone e Kgolo. Jwale moedi o thinyetse Rama, o yo fihla motseng o haheleditsweng wa Tire; ebe o thinyetsa Hosa, o ya fella lewatleng, ho tloha Mehebele ho ya Akasibe, le Uma, le Afeke, le Rehobe. Metse e ne e le mashome a mabedi a metso e mmedi, le metsana ya yona. Ena ke yona naha ya bana ba morabe wa Ashere, le metse le metsana ya yona, ho ya ka malapa abo bona. Lotho la botshelela la tswa e le la bana ba morabe wa Nafthali; ke ho re ba Nafthali ho ya ka malapa abo bona. Moedi wa bona o ne o tloha Helefe, le sefateng se seholo sa Saananime, le Adami-Nekebe, le Jabeneele, ho ya fihla Lakume, mme o fella Jorodane. Ebe moedi oo o thinyetsa ka bophirimela, o yo fihla Asenote-Tabore. Ho tloha moo o ye Hukoke, o yo fihla Sebulone, ka nqa borwa; o be o yo fihla le Ashere ka bophirimela; ka nqa botjhabela o yo fihla Juda le Jorodane. Metse e neng e haheleditswe e ne e le Sidime, le Sere, le Hamate, le Rakate, le Kinerete, le Edama, le Rama, le Hasore, le Kedeshe, le Ederei, le Ene-Hasore, le Jirone, le Migedale-Ele, le Horeme, le Bete-Anate, le Bete-Shemeshe. E ne e le metse e leshome le metso e robong, le metsana ya yona. Ena ke yona naha ya morabe wa bana ba Nafthali, le metse le metsana ya yona, ho ya ka malapa abo bona. Lotho la bosupa la tswa e le la bana ba morabe wa Dane, ho ya ka malapa abo bona. Moedi wa bona o ne o akaretsa Sora, le Eshetaole, le Ire-Shemeshe, le Shaalebine, le Aiyalone, le Jitela, le Elone, le Timina, le Ekerone, le Eleteke, le Gibetone, le Baalate, le Jehude, le Bene-Berake, le Gate-Rimone, le Me-Jarekone, le Rakone, le naha e tobaneng le Jafo. Bana ba Dane ba ne ba haellwa ke naha ya bona, mme ba nyoloha, ba futuhela Lesheme. Ba e hapa, ba bolaya baahi ba yona ka sabole, ya eba ya bona. Ba aha ho yona, yaba Lesheme ba se ba e bitsa Dane ka ho e reella ntata bona Dane. Ena ke yona naha ya morabe wa bana ba Dane, le metse le metsana ya yona, ho ya ka malapa abo bona. Ha Baiseraele ba qetile ho aba naha eo e leng lefa, ka ho seha meedi ya yona, yaba bana ba Iseraele ba nea Joshua, mora wa Nune, naha ya hae kahara ya bona. Ho ya ka taelo ya Morena, ba mo nea motse oo a o kopileng, e leng Timina-Sera, e naheng e maralla ya Efraime. A tsosa motse oo, mme a aha teng. Ena ke naha e ileng ya ajwa ke moprista Eleasare, le Joshua mora wa Nune, le bao e leng dihlooho tsa malapa a bo-ntata bona, ba merabe ya bana ba Iseraele; ba e aba ka lotho ba le Shilo, kapele ho Morena, monyakong wa Tente ya Morena. Yaba jwale ba qetile ho aba naha. Morena a bua ho Joshua, a re: “Bua le bana ba Iseraele, o re: Ikgetheleng metse eo ho tla tshabelwa ho yona, eo ke buileng ka yona ho lona, ka molomo wa Moshe. Ke moo motho ya ka bolayang motho e mong e se ka morero, a sa hlokomela, a tla tshabela teng. Metse eo e tla ba eo le tshabelang ho yona, ho baleha mophetetsi wa madi. “ Motho eo o tla tshabela ho o mong wa metse eo, a eme monyakong wa motse, a bolelle baholo ba motse ditaba tsa hae. Bona ba tla mo kenya ka motseng, ba mo nee sebaka, hore a phele le bona. Haeba mophetetsi wa madi a ka mo lelekisa, ha ba na ho neelana ka yena matsohong a mophetetsi eo, hobane mmolai o bolaile wa habo e se ka morero, mme le pele ho moo a ne a sa mo hloya. O tla phela motseng oo ho fihlela a emiswa kapele ho phutheho hore e mo ahlole, le ho fihlela eo e leng Moprista e Moholo nakong eo a eshwa. Jwale mmolai a ka kgutlela motseng wa habo, le tlung ya hae, moo a neng a balehe teng. ” Jwale Galelea, naheng e maralla ya Nafthali ba kgetha Kedeshe; naheng e maralla ya Efraime ba kgetha Shekeme, mme naheng e maralla ya Juda ba kgetha Motse wa Areba, e leng Heborone. Kamose wane ho Jorodane, ka botjhabela ho Jeriko, morabeng wa Rubene, ba kgetha Besere e lehwatateng le phuleng; morabeng wa Gade ba kgetha Rama e Gileade; morabeng wa Manase ba kgetha Golane e Bashane. Ena ke yona metse e ileng ya kgethelwa bana bohle ba Iseraele, le bajaki ba jakileng hara bona. Ho yona ho tla balehela mang kapa mang ya ka bolayang motho e se ka morero, hore a se ke a bolawa ke mophetetsi wa madi, ho fihlela mmolai a emiswa kapele ho phutheho. Dihlooho tsa malapa a Balevi tsa tla ho moprista Eleasare, le ho Joshua mora wa Nune, le dihlooho tsa merabe ya bana ba Iseraele. Tsa bua le bona ba le Shilo, naheng ya Kanana, tsa re: “Morena o ile a laela ka molomo wa Moshe, hore re newe metse eo re tla phela ho yona, le makgulo a yona, moo dikgomo tsa rona di tla fula teng.” Ho ya ka taelo ya Morena, bana ba Iseraele ba nea Balevi metse ena e naheng ya bona, mmoho le makgulo a yona. Lotho la malapa a Kohate la tswa. Bana ba moprista Arone, e leng Balevi, ba abelwa ka lotho metse e leshome le metso e meraro, e tswang ho ba morabe wa Juda, le ho ba morabe wa Simeone, le ho ba morabe wa Benjamine. Bana ba Kohate ba setseng ba abelwa ka lotho metse e leshome, e tswang malapeng a morabe wa Efraime, le a morabe wa Dane, le a karolo e nngwe ya morabe wa Manase. Naheng ya Bashane bana ba Gereshone ba abelwa ka lotho metse e leshome le metso e meraro, e tswang malapeng a morabe wa Isakare, le a morabe wa Ashere, le a morabe wa Nafthali, le a karolo e nngwe ya morabe wa Manase. Bana ba Merari, ho ya ka malapa abo bona, ba abelwa metse e leshome le metso e mmedi, e tswang ho ba morabe wa Rubene, le ho ba morabe wa Gade, le ho ba morabe wa Sebulone. Bana ba Iseraele ba abela Balevi metse ena le makgulo a yona ka lotho, jwalokaha Morena a ne a laetse ka molomo wa Moshe. Metseng ya morabe wa bana ba Juda, le metseng ya morabe wa bana ba Simeone, Balevi ba abelwa metse ena, e bolelwang ka mabitso. E ne e le ditloholo tsa Arone, tsa malapa a Kohate, tseo e neng e le bana ba Levi, hobane lotho la pele e ne e le la bona. Ba ba nea Motse wa Areba o naheng e maralla ya Juda, e leng Heborone, le makgulo a yona a e potapotileng. Areba e ne e le ntata Anake. Empa masimo a motse oo, le metsana ya wona, wona ba a abela Kalebe, mora wa Jefune, hore e be a hae. Bara ba moprista Arone ba newa motse wa Heborone, oo babolai ba tshabelang ho wona, hore e be wa bona hammoho le makgulo a wona, le motse wa Lebena le makgulo a wona, le motse wa Lebena le makgulo a wona, le Jatire le makgulo a yona, le Eshetemoa le makgulo a yona, le Holone le makgulo a yona, le Debiri le magkulo a yona, le Aine le makgulo a yona, le Juta le makgulo a yona, le Bete-Shemeshe le makgulo a yona. Ya eba metse e robong, e tswang merabeng eo e mmedi. Naheng ya morabe wa Benjamine ya eba Gibeone le makgulo a yona, le Geba le makgulo a yona, le Anatote le makgulo a yona, le Alamone le makgulo a yona. Ya eba metse e mene. Metse yohle ya bana ba Arone, e leng baprista, e ne e le metse e leshome le metso e meraro le makgulo a yona. Malapa a bana ba Kohate, e leng Balevi, ke ho re bana ba bang ba Kohate, metse eo a ileng a e abelwa ka lotho e ne e etswa morabeng wa Efraime. Ba ba abela motse oo babolai ba tshabelang ho wona, e leng Shekeme e naheng e maralla ya Efraime, le makgulo a yona, le Gesere le makgulo a yona, le Kibesaime le makgulo a yona, le Bete-Horone le makgulo a yona. Ya eba metse e mene. Naheng ya morabe wa Dane ba abelwa Eleteke le makgulo a yona, le Gibetone le makgulo a yona, le Aiyalone le makgulo a yona, le Gade-Rimone le makgulo a yona. Ya eba metse e mene. Naheng ya karolo e nngwe ya morabe wa Manase ba abelwa Taanake le makgulo a yona, le Gade-Rimone le makgulo a yona. Ya eba metse e mmedi. Metse yohle e ileng ya abelwa malapa a bana ba bang ba Kohate e ne e le metse e leshome le makgulo a yona. Naheng ya karolo e nngwe ya morabe wa Manase bana ba Gereshone, ba malapa a Balevi, ba abelwa motse oo babolai ba tshabelang ho wona, e leng Golane e Bashane le makgulo a yona, le Beshetera le makgulo a yona. Ya eba metse e mmedi. Naheng ya morabe wa Isakare ba abelwa Kishione le makgulo a yona, le Daberate le makgulo a yona, le Jaremute le makgulo a yona, le Ene-Gannime le makgulo a yona. Ya eba metse e mene. Naheng ya morabe wa Ashere ba abelwa Mishale le makgulo a yona, le Abadone le makgulo a yona, le Helekate le makgulo a yona, le Rehobe le makgulo a yona. Ya eba metse e mene. Naheng ya morabe wa Nafthali ba abelwa motse oo babolai ba tshabelang ho wona, e leng Kedeshe e Galelea, le makgulo a yona, le Hamote-Dore le makgulo a yona, le Karatane le makgulo a yona. Ya eba metse e meraro. Metse yohle ya morabe wa Gereshone, ho ya ka malapa abo bona, e ne e le leshome le metso e meraro hammoho le makgulo a yona. Naheng ya morabe wa Sebulone, malapa a bana ba Merari, e leng a mang a Balevi, a abelwa Jokoneame le makgulo a yona, le Karata le makgulo a yona, le Dimena le makgulo a yona, le Nahalole le makgulo a yona. Ya eba metse e mene. Kamose ho Jorodane, naheng ya morabe wa Rubene, ba abelwa motse oo babolai ba tshabelang ho wona, e leng Besere e lehwatateng le hodima sehlaba le makgulo a yona, le Jahase le makgulo a yona, le Kedemote le makgulo a yona, le Mefaata le makgulo a yona. Ya eba metse e mene. Naheng ya morabe wa Gade ba abelwa motse oo babolai ba tshabelang ho wona, e leng Rama e Gileade, le makgulo a yona, le Mahanaime le makgulo a yona, le Heshebone le makgulo a yona, le Jasere le makgulo a yona. Metse eo kaofela ya eba e mene. Metse ena yohle e ne e le ya bana ba Merari, ho ya ka malapa abo bona, e leng ba bang ba malapa a Balevi. Metse eo ba ileng ba e abelwa ka lotho ya eba leshome le metso e mmedi. Metse yohle ya Balevi, e neng e le kahara naha ya bana ba Iseraele, e ne e le metse e mashome a mane a metso e robedi, le makgulo a yona. Motse o mong le o mong wa metse ena o ne o ena le makgulo a wona a o potapotileng, mme ho ne ho le jwalo metseng ena yohle. Morena a nea Baiseraele naha yohle eo a neng a hlapanye hore o tla e nea bo-ntata bona, mme ya eba ya bona, ba aha ho yona. Morena a ba nea phomolo hohle, ho ya ka tsohle tseo a neng a di hlapanyetse bo-ntata bona, mme ha se ke ha eba le ya mong wa dira tsa bona ya emang kapele ho bona. Morena a neelana ka dira tsa bona matsohong a bona. Ha se ke ha haella letho la tse molemo, tseo Morena a neng a buile ka tsona ho ba ntlo ya Iseraele. Tsohle tsa phethahala. Joshua a bitsa ba morabe wa Rubene, le ba morabe wa Gade, le ba karolo e nngwe ya morabe wa Manase, a re ho bona: “Le bolokile tsohle tseo Moshe, mohlanka wa Morena, a le laetseng tsona; le nna le mametse lentswe la ka dinthong tsohle tseo ke le laetseng tsona. Ka nako e telele ena, ho fihlela kajeno, ha le eso lahle bana babo lona, empa le bolokile taelo ya Morena Modimo wa lona. Morena Modimo wa lona, o phomoditse bana babo lona jwalokaha a ne a ba tshepise; ka baka leo, kgutlang, le boele ditenteng tsa lona mose ho Jorodane, naheng ya lona, eo Moshe mohlanka wa Morena, a neng a le nee yona. Feela le ele hloko, le boloke taelo le molao oo Moshe mohlanka wa Morena, a le laetseng wona: Le rate Morena Modimo wa lona, le tsamaye ditseleng tsohle tsa hae, le boloke melao ya hae, le mo kgomarele, le mo sebeletse ka dipelo tsa lona tsohle, le ka moya wa lona wohle.” Yaba Joshua o a ba hlohonolofatsa, o a ba qhala, mme ba ikela ditenteng tsa bona. Moshe o ne a ile a nea karolo e nngwe ya morabe wa Manase naha, Bashane; Joshua yena a nea karolo e nngwe ya bona naha hara bana babo bona, mose ho Jorodane, ka bophirimela. Le bona, ha Joshua a ba qhala hore ba boele ditenteng tsa bona, a ba hlohonolofatsa. A bua le bona, a re: “Le boela ditenteng tsa lona le ena le leruo le lengata, le diphoofolo tse ngata, le silefera, le kgauta, le lethose, le tshepe, le diaparo tse ngata. Arolelang bana babo lona tseo le di hapileng ho dira tsa lona.” Bana ba Rubene, le bana ba Gade, le ba karolo e nngwe ya morabe wa Manase, ba tloha ho bana ba Iseraele, Shilo, e naheng ya Kanana, ba ya naheng ya bona ya Gileade, eo ba neng ba e newe ke Moshe ka taelo ya Morena. Ha ba fihla seterekeng sa Jorodane, se naheng ya Kanana, bana ba Rubene, le bana ba Gade, le ba karolo e nngwe ya morabe wa Manase, ba haha aletare e kgolo moo, hodima lebopo la Jorodane. Bana ba bang ba Iseraele ba utlwa ho thwe: “Helang! bana ba Rubene, le bana ba Gade, le ba karolo e nngwe ya morabe wa Manase, ba hahile aletare Gelelote, seterekeng sa Jorodane, lehlakoreng le ka ho bana ba Iseraele.” Ha bana ba bang ba Iseraele ba utlwa taba ena setjhaba sohle sa bana ba Iseraele sa phuthehela Shilo, ho ba futuhela. Bana ba Iseraele ba roma Finease, mora wa moprista Eleasare, ho bana ba Rubene, le ho bana ba Gade, le ho ba karolo e nngwe ya morabe wa Manase, ba le Gileade. Ba mo roma le mahosana a leshome, kgosana e nngwe le e nngwe e le ya lelapa ka leng la malapa wohle a Iseraele, mme kgosana e nngwe le e nngwe e le hlooho ya lelapa labo yona hara merabe ya Iseraele. Ba fihla Gileade ho bana ba Rubene, le ho bana ba Gade, le ho ba karolo e nngwe ya morabe wa Manase, ba bua le bona, ba re: “Setjhaba sohle sa Morena se bua tjena: Bohlabaphiyo boo ke bo jwang, boo le bo etseditseng Modimo wa Iseraele, ha e le moo kajeno le tlohetse ho latela Morena, ka ho ikgahela aletare, hore le fetohele Morena kajeno? Ebe le bona bokgopo bo entsweng ha re le Peore, boo le kajeno re eso itlose sesila sa bona, bo sa lekana, leha setjhaba sa Morena se ne se welwe ke sewa, hoo kajeno le ka fetohelang Morena? Ha e le mona kajeno le fetohela Morena, ho tla etsahala hore hosasane a halefele setjhaba sohle sa Iseraele. Jwale he, haeba naha eo e leng ya lona e silafetse, tshelelang ka naheng eo e leng ya Morena, moo Tente ya Morena e leng teng, mme lona le ahe hara rona. Empa le se ke la fetohela Morena, kapa le rona la re fetohela, ka ho ikgahela aletare esele ho aletare ya Morena Modimo wa rona. Kapa le se le lebetse hore Akane, mora wa Sera, o ne a etse tshito ka ho nka dintho tse neng di rohakilwe, yaba Morena o halefela setjhaba sohle sa Iseraele? Bokgopo bono ba hae ha bo a ka ba timetsa yena a le mong feela! ” Bana ba Rubene, le bana ba Gade, le ba karolo e nngwe ya morabe wa Manase, ba araba dihlooho tsa merabe ya Iseraele, ba re: “Morena Modimo wa medimo! Morena Modimo wa medimo! Modimo o a tseba, le lona Baiseraele le tsebe! Haeba hona ke bofetohedi kapa bohlabaphiyo, re timetswe hona kajeno! Haeba re ikgahetse aletare hore re tlohele ho latela Morena, kapa ho nyehella hodima yona ka nyehelo ya setjheso, kapa ka nyehelo ya dijo, kapa ho nyehella ho yona ka dinyehelo tsa teboho, Morena a re ahlole ka boyena. “Re entse hona hobane re ne re tshaba hore ka nako e tlang bana ba lona ba tla re ho bana ba rona: Le kopana ka eng le Morena Modimo wa Iseraele? Pakeng tsa rona le lona, lona bana ba Rubene, le lona bana ba Gade, Morena o entse hore Jorodane e be moedi. Lona ha le na kabelo ya letho ho Morena! Ke moo bana ba lona ba tla etsa hore bana ba rona ba se ke ba hlola ba tshaba Morena. “Ka baka leo, re ile ra re: A re haheng aletare, feela e se be eo ho etsetswang nyehelo ya setjheso, kapa ya sehlabelo hodima yona, empa e be paki e pakeng tsa rona le lona, le pakeng tsa ditloholo tsa rona, hore le rona re tla etsetsa Morena tshebeletso moo a leng teng, ka dinyehelo tsa rona tsa setjheso, le ka mahlabelo a rona, le ka dinyehelo tsa rona tsa teboho; esere ka nako e tlang bana ba lona ba re ho bana ba rona: “Ha le na kabelo ya letho ho Morena!” “ Ka baka leo, re ile ra re etlare ka nako e tlang, ha ba bua jwalo ho rona kapa ho bana ba rona, ebe re re: “Bonang moaho ona wa aletare ya Morena, e tshwanang le eo bo-ntata rona ba e hahileng, ba sa e hahe e le e etsetsang nyehelo ya setjheso, kapa ya sehlabelo, e mpa e le paki e pakeng tsa rona le lona.” “ Re thoko haholo le ho fetohela Morena, lehore kajeno re mo furalle, re se ke ra mo latela ka ho haha aletare eo ho yona ho etsetswang nyehelo ya setjheso, le nyehelo ya dijo, kapa ya sehlabelo, e le e kathoko ho aletare ya Morena Modimo wa rona, e kapele ho Tente ya hae. ” Yare ha bo-moprista Finease, le mahosana a setjhaba, le dihlooho tsa merabe ya Iseraele, ba utlwa mantswe a builweng ke bana ba Rubene, le bana ba Gade, le bana ba karolo e nngwe ya Manase, ba kgotsofala. Finease, mora wa moprista Eleasare, a re ho bana ba Rubene, le ho bana ba Gade, le ho ba karolo e nngwe ya morabe wa Manase: “Kajeno re a tseba hore Morena o teng kahara rona, hobane ha le a etsetsa Morena bohlabaphiyo bona; le pholositse bana ba Iseraele matsohong a Morena.” Jwale bo-Finease, mora wa moprista Eleasare, le mahosana, ba tloha ho bana ba Rubene, le ho bana ba Gade, ba tswa naheng ya Gileade, ba kgutlela naheng ya Kanana ho bana ba Iseraele, ba fihla ba ba phetela ditaba. Tsena tsa kgotsofatsa bana ba Iseraele, mme bana ba Iseraele ba boka Modimo. Ba kgaotsa ho bua ka ho ba futuhela, le ho ripitla naha eo bana ba Rubene, le bana ba Gade ba neng ba ahile ho yona. Bana ba Rubene le bana ba Gade ba rea aletare eo lebitso la “Paki”, hobane ba ne ba re: “Ena ke paki ho rona bohle hore Morena ke Modimo.” Ha ho se ho fetile nako e telele Morena a phomoditse Baiseraele dintweng tsa bona le ho dira tsohle tsa bona tse neng di ba potapotile, Joshua a nna a tsofala, dilemo tsa hae tsa nna tsa ya. Ke ha Joshua a phutha Baiseraele bohle, le baholo ba bona, le dihlooho tsa bona, le baahlodi ba bona, le balaodi ba bona, mme a re ho bona: “Ke se ke tsofetse, le dilemo tsa ka di se di ile. Le bone tsohle tseo Morena Modimo wa lona, a di entseng ho ditjhaba tsena tsohle, ka baka la lona. Morena Modimo wa lona, ke yena ya le lwanetseng. Ke le abetse naha ya ditjhaba tsena tse sa ntsaneng di setse, le ya ditjhaba tsohle tseo ke di ripitlileng ho tloha Jorodane, ho ya fihla Lewatleng le Leholo, nqa bophirimela, hore e be lefa la lona. Morena Modimo wa lona, ke yena ya tla di leleka, a di falatse kapele ho lona, mme naha ya tsona e be ya lona, jwalokaha Morena Modimo wa lona, a le tshepisitse. “Ka baka leo, tiyang, le boloke, mme le phethe tsohle tse ngotsweng Bukeng ya Molao wa Moshe; le se ke la o kgeloha jwang kapa jwang. Le se ke la kopakopana le ditjhaba tsena tse setseng hara lona; le se ke la bua le ka mabitso a medimo ya tsona, kapa la hlapanya ka yona, kapa la e sebeletsa, kapa la e kgumamela. Le kgomarele Morena Modimo wa lona, jwalokaha le entse ho fihlela kajeno. “Morena o faladitse ditjhaba tse kgolo, tse matla, kapele ho lona, mme ha ho ya kileng a ema kapele ho lona ho fihlela kajeno. Monna a le mong wa lona o lelekile batho ba sekete, hobane Morena Modimo wa lona, ke yena ya le lwanetseng, jwalokaha a ne a le tshepise. Ka baka leo, itlhokomeleng, le rate Morena Modimo wa lona. “Haeba le ka kweneha, la kgomarelana le masalla a ditjhaba tsena a setseng hara lona, la nyallana le wona, la kopakopana le wona, le hle le tsebe hore Morena Modimo wa lona, a ke ke a hlola a falatsa ditjhaba tsena kapele ho lona. Ditjhaba tseo e tla ba leraba le sefi ho lona, le phafa dikgopong tsa lona, le meutlwa ka mahlong a lona, ho fihlela le timela naheng ena e ntle, eo Morena Modimo wa lona, a le neileng yona. “Bonang, kajeno le nna ke ya boyabatho. Botebong ba dipelo tsa lona, le maikutlong a lona, le tseba hantle hore ha ho ntho le e nngwe ya dintho tsohle tse molemo, tseo Morena Modimo wa lona, a le tshepisitseng tsona, e sa kang ya phethahala. Tsohle di phethahetse, ha ho le e nngwe e sa kang ya phethahala. Jwalokaha dintho tsohle tse molemo, tseo Morena Modimo wa lona, a neng a le tshepisitse tsona, di ile tsa phethahala, ka mokgwa o jwalo Morena o tla le tlisetsa tsohle tse mpe, ho fihlela a le timetsa naheng ena e ntle, eo Morena Modimo wa lona, a le neileng yona. Haeba le roba selekane sa Morena Modimo wa lona, seo a le laetseng sona, eba le a tsamaya le ilo sebeletsa medimo e meng, le a e kgumamela, bohale ba Morena bo tla le tlokomela, mme le tla timela ka ho panya ha ntshi naheng ena e ntle, eo a le neileng yona.” Joshua a memela merabe yohle ya Iseraele, Shekeme. A bitsa baholo ba Baiseraele, le dihlooho tsa bona, le baahlodi ba bona, le balaodi ba bona. Ba itlhahisa kapele ho Morena. Joshua a re ho setjhaba sohle: “Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena: Mehleng ya kgalekgale, bo-ntata lona, e leng Tera, ntata Aborahama, le ntata Nakore, ba ne ba ahile mose wane ho Noka, mme ba sebeletsa medimo e meng. Ka nka ntata lona Aborahama mose wane wa Noka, ka mo tsamaisa hara naha yohle ya Kanana. Ka ngatafatsa bana ba hae, ka mo nea Isaka. Isaka ka mo nea Jakobo le Esau; Esau ka mo nea naha e maralla ya Seire hore e be ya hae. Jakobo yena, le bana ba hae, a theohela Egepeta. “ Hamorao ka romela Moshe le Arone, mme ka otla Egepeta ka diwa tseo ke ileng ka di etsa hara yona. Hamorao ka le ntsha moo. Ka ntsha bo-ntata lona Egepeta, mme ba fihla lewatleng. Baegepeta ba phaladisa bo-ntata lona ka dikariki tsa ntwa, le ka dipere ho ya fihla Lewatleng la Lehlaka. Ke ha bo-ntata lona ba ipiletsa ho Morena, mme yena a hlahisa lefifi pakeng tsa lona le Baegepeta. A phuthumanya lewatle hodima Baegepeta, a ba pupetsa ka lona, mme le bone seo ke se entseng Baegepeta. La phela lehwatateng ka nako e telele. “ Yaba ke le tlisa naheng ya Baamore ba neng ba phela mose wane ho Jorodane. Ba le lwantsha, empa ka neelana ka bona matsohong a lona. Naha ya bona ya eba ya lona, mme ka ba timetsa kapele ho lona. Jwale ha hlaha Balake, mora wa Sipore, kgosi ya Moabe, le yena a lwantsha Baiseraele. A romela maqosa ho Bileame, mora wa Beore, hore a le rohake. Empa ka se ke ka rata ho mamela Bileame, ka baka leo, a ba a le hlohonolofatsa. Kahoo ka le lopolla matsohong a hae. “ La tshela Jorodane, la fihla Jeriko. Banna ba Jeriko, le Baamore, le Baperise, le Bakanana, le Bahete, le Bagirigashe, le Bahife, le Bajebuse, ba le lwantsha, empa ka neelana ka bona matsohong a lona. Ka eteletsa bobi kapele, mme ba ba leleka kapele ho lona. Ba leleka le dikgosi tse pedi tsa Baamore; e seng ka sabole ya hao, kapa ka seqha sa hao. Yaba ke le nea naha eo le sa e sebeletsang, le metse eo le sa e hahang, mme la aha ho yona. La ja le ditholwana tsa masimo a morara le tsa masimo a mohlwaare, ao le sa kang la a lema. “Ka baka leo he, tshabang Morena, le mo sebeletse ka botshepehi le ka nnete, le furalle medimo eo bo-ntata lona ba neng ba e sebeletsa ha ba le mose wane ho Noka, leha ba le Egepeta, mme lona le sebeletse Morena. Haeba le bona hore ke ntho e mpe ho sebeletsa Morena, ikgetheleng hona kajeno hore na le tla sebeletsa mang: E ka ba medimo eo bo-ntata lona ba neng ba e sebeletsa ha ba le mose wane ho Noka, kapa medimo ya Baamore, bao le ahileng naheng ya bona. Empa ha e le nna le ba lelapa la ka re tla sebeletsa Morena.” Setjhaba sa araba, sa re: “Le kgale! ha re ka ke ra furalla Morena, ra sebeletsa medimo esele, hobane Morena Modimo wa rona, ke yena ya re nyolotseng le bo-ntata rona Egepeta, moo re neng re le makgoba teng. Ke yena ya entseng dipontsho tse kgolo, a re baballa tseleng yohle eo re e tsamaileng, le hara ditjhaba tsohle tseo re fetileng hara tsona. Morena ke yena ya ileng a falatsa ditjhaba tsohle tse neng di le kapele ho rona, le Baamore ba neng ba ahile naheng ena. Ka baka leo, le rona re tla sebeletsa Morena, hobane ke yena Modimo wa rona.” Joshua a re ho setjhaba: “Le ke ke la sebeletsa Morena, hobane ke Modimo ya halalelang, ke Modimo ya boulelang. A ke ke a le tshwarela ditshito tsa lona, kapa dibe tsa lona. Haeba le ka furalla Morena, la sebeletsa medimo esele, o tla le fetohela, a le etse hampe, a le timetse, le hoja a kile a le etsa hantle.” Setjhaba sa re ho Joshua: “Tjhe, re tla sebeletsa Morena.” Joshua a boela a re ho setjhaba: “Lona, ka bolona, le a ipakela hore le ikgethetse ho sebeletsa Morena!” Sa re: “E, re dipaki!” Joshua a re: “Ha ho le jwalo, furallang medimo esele, e teng hara lona, mme le lebise dipelo tsa lona ho Morena Modimo wa Iseraele.” Setjhaba sa re ho Joshua: “Re tla sebeletsa Morena Modimo wa rona, mme re tla mamela lentswe la hae.” Ka lona letsatsi leo Joshua a etsa selekane le setjhaba, a se beela molao le taelo a le Shekeme. Joshua a ngola mantswe ana Bukeng ya Molao wa Modimo. A nka lejwe le leholo, a le hloma moo, tlasa sefate sa eike, se neng se le haufi le Sehalalelo sa Morena. Yaba Joshua o re ho setjhaba sohle: “Bonang, lejwe lena e tla ba paki e tla re tswa, hobane le utlwile dipolelo tsohle tsa Morena, tseo a di buileng ho rona. Ka baka leo, ke paki e tla le tswa, haeba le ka latola Modimo wa lona.” Yaba Joshua o qhala setjhaba, mme motho ka mong a kgutlela ha hae. Kamora tsena Joshua, mora wa Nune, mohlanka wa Morena, a shwa a le dilemo tse lekgolo le leshome. Ba mo epela naheng eo a e jeleng lefa, Timina-Sera, e naheng e maralla ya Efraime, ka leboya ho thaba ya Gaashe. Baiseraele ba sebeletsa Morena ka matsatsi wohle a bophelo ba Joshua, le ka matsatsi wohle a ho phela ha baholo ba ileng ba nna ba phela kamora lefu la Joshua, ba neng ba tseba mesebetsi yohle ya Morena, eo a neng a e etseditse Baiseraele. Masapo a Josefa, ao bana ba Iseraele ba neng ba ile ba nyoloha le wona Egepeta, ba a epela Shekeme, seratswaneng seo Jakobo a neng a ile a se reka ho bana ba Hamore, ntata Shekeme, ka ditjhelete tse lekgolo tsa silefera, mme ya eba lefa la bana ba Josefa. Le Eleasare, mora wa Arone, a shwa. Ba mo epela Gibea, motseng wa mora wa hae Finease, oo a neng a o newe, o naheng e maralla ya Efraime. Hoba Joshua a shwe, bana ba Iseraele ba botsa Morena, ba re: “Ke mang ho rona ya tla futuhela Bakanana pele, a ba lwantshe?” Morena a re: “Ke ba morabe wa Juda ba tla futuha pele. Bonang, ke neelane ka naha ena matsohong a bona.” Ba morabe wa Juda ba re ho bana babo bona, e leng ba morabe wa Simeone: “Nyolohelang le rona naheng eo re e abetsweng, re tle re lwantsheng Bakanana, mme le rona re tla ya le lona naheng eo le e abetsweng.” Ba morabe wa Simeone ba tsamaya le bona. Ba morabe wa Juda ba nyoloha, mme Morena a neelana ka Bakanana le Baperise matsohong a bona. Ba bolaya banna ba bona ba dikete tse leshome motseng wa Beseke. Ba fumana Adoni-Beseke a le Beseke, ba mo lwantsha, ba hlola Bakanana le Baperise. Empa Adoni-Beseke a baleha. Ba mo phaladisa, ba mo tshwara, ba mo kgaola menwana e metona ya matsoho le ya maoto. Yaba Adoni-Beseke o re: “Dikgosi tse mashome a supileng, tseo ke neng ke di kgaole menwana e metona ya matsoho le ya maoto, di ne di ye di thonake makumane tlasa tafole ya ka. Jwalokaha le nna ke ile ka etsa, Modimo o nketsa jwalo.” Ba mo isa Jerusalema, mme a shwela hona teng. Bana ba Juda ba futuhela Jerusalema, ba e hapa, ba bolaya baahi ba yona ka sabole, ba tjhesa motse ka mollo. Kamora moo, bana ba Juda ba theoha ho ya lwantsha Bakanana, e leng baahi ba naha e maralla, le ya Negebe, le e diphuleng. Jwale ba morabe wa Juda ba futuhela Bakanana ba neng ba ahile Heborone. Pele ho mona, lebitso la Heborone e ne e le Motse wa Areba. Ba hlola Sheshai, le Ahimane, le Talamai. Ho tloha moo ba futuhela baahi ba Debiri. Pele ho mona lebitso la Debiri e ne e le Kiriate-Sefere. Yaba Kalebe o re: “Ya ka futuhelang Kiriate-Sefere, a e hapa, ke tla mo nea moradi wa ka Akasa, hore e be mosadi wa hae.” Jwale Oteniele, mora wa Kenase, moena Kalebe, a e hapa, mme Kalebe a mo nea moradi wa hae Akasa, hore e be mosadi wa hae. Yare ha Akasa a fihla ho Oteniele, a mo pheella hore a kope mohwe wa hae, a ke a mo qothele naha. Ha Akasa a tholoha tonki ya hae, Kalebe a re ho yena: “O batlang?” Akasa a re ho yena: “Ako mphe mpho e nngwe hape. Erekaha o nneile naha ya Negebe, ako nnee le didiba.” Kalebe a mo nea didiba tse hodimo le didiba tse tlase. Bana ba mohwe wa Moshe, eo e leng Mokene, ba nyoloha le banna ba Juda ho tloha motseng wa dipalema, ho ya lefeelleng la Juda le ka borwa ho Arada. Ba ya, ba aha le setjhaba seo. Ba morabe wa Juda ba tsamaya le bana babo bona, e leng ba morabe wa Simeone, ba hlola Bakanana, e leng baahi ba Sefate, ba ba timetsa ho hang. Motse oo ba o rea lebitso la Horema. Ba morabe wa Juda ba hapa le motse wa Gasa mmoho le naha ya wona, le motse wa Ashekelone mmoho le naha ya wona, le motse wa Ekerone mmoho le naha ya wona. Morena a nna a ba le ba morabe wa Juda, ba leleka baahi ba naha e maralla, empa ba se ke ba leleka baahi ba ka kgohlong, hobane ba ne ba ena le dikariki tsa ntwa tse entsweng ka tshepe. Ba nea Kalebe motse wa Heborone, jwalokaha Moshe a ne a buile, mme yena a leleka bara ba bararo ba Anake. Bana ba Benjamine ba se ke ba leleka Bajebuse bao e neng e le baahi ba Jerusalema, empa Bajebuse ba aha hara bana ba Benjamine ho fihlela kajeno-ya-bokajeno. Ba ntlo ya Josefa le bona ba futuhela motse wa Bethele, mme Morena a nna a ba le bona. Ba ntlo ya Josefa ba romela dihlwela ho ya hlwela motse wa Bethele. Pele lebitso la motse ona e ne e le Lose. Dihlwela tsa bona monna a etswa motseng, mme tsa re ho yena: “Ako re bontshe tsela e kenang ka motseng, re tla o hauhela.” Monna eo a di bontsha tsela e kenang ka motseng, tsa kena, tsa bolaya baahi ba motse oo ka sabole, empa ha e le monna eo le ba lelapa la hae tsa mo tlohela a ikela. Monna eo a ya naheng ya Bahete, a haha motse, a o bitsa Lose, mme leo ke lebitso la wona ho fihlela kajeno-ya-bokajeno. Ba morabe wa Manase ba se ke ba leleka baahi ba Bete-Sheane le ba metsana ya yona, le ba Taanake le ba metsana ya yona, le ba Dore le ba metsana ya yona, le ba Jibeleame le ba metsana ya yona, le ba Megido le ba metsana ya yona. Bakanana ba tsitlella ho aha naheng eo. Empa yare ha Baiseraele ba se ba matlafetse, ba fetola Bakanana makgoba, feela ba se ke ba ba leleka ho hang. Ba morabe wa Efraime le bona ba se ke ba leleka Bakanana ba neng ba ahile Gesere, mme Bakanana bao ba nna ba aha hara bona, Gesere. Ba morabe wa Sebulone ba se ke ba leleka baahi ba Kiterone, le baahi ba Nahalole. Bakanana ba aha hara bona, mme ya eba makgoba. Ba morabe wa Ashere le bona ba se ke ba leleka baahi ba Ako, le baahi ba Sidone, le ba Ahalaba, le ba Akasibe, le ba Heleba, le ba Afike, le ba Rehobe. Baashere ba aha hara Bakanana, e leng baahi ba naha, hobane ha ba a ka ba ba leleka. Ba morabe wa Nafthali le bona ba se ke ba leleka baahi ba Bete-Shemeshe, le baahi ba Bete-Anate; ba aha hara Bakanana, e leng baahi ba naha. Baahi ba Bete-Shemeshe le baahi ba Bete-Anate ya eba makgoba a bona. Baamore ba sutuletsa bana ba Dane naheng e maralla, ba ba hanela ho theohela kgohlong. Baamore ba tsitlella ho aha thabeng ya Herese, le Aiyalone le Shaalebime, empa ba ntlo ya Josefa ba ba hlola, mme ya eba makgoba a bona. Moedi wa Baamore o ne o tloha moepeng wa Akarabime, o tloha Sela, o nyolosa. Jwale lengeloi la Morena la fihla Bokime, le etswa Gilegale. La fihla ho Baiseraele, la re: “Ke le nyolotse Egepeta, ke le tlisitse naheng ena eo ke neng ke e hlapanyetse bo-ntata lona, ka re: Nke ke ka roba selekane sa ka le lona le ka mohla. Feela lona le se ke la etsa selekane le baahi ba naha ena, le heletse dialetare tsa bona. Empa ha le a ka la mamela lentswe la ka. Jwale le entse eng? Ka baka leo, ke re: Nke ke ka ba leleka kapele ho lona; e tla ba leraba ho lona, medimo ya bona e be sefi ho lona. ” Hoba lengeloi la Morena le bue mantswe ana ho bana bohle ba Iseraele, setjhaba sa bokolla haholo. Sebaka seo ba se rea lebitso la Bokime, ba etsetsa Morena mahlabelo hona moo. Ha Joshua a se a qhadile setjhaba, motho e mong le e mong wa bana ba Iseraele a boela naheng eo a e jeleng lefa, a dula ho yona. Setjhaba sa sebeletsa Morena ka matsatsi wohle a bophelo ba Joshua, le ka matsatsi wohle a ho phela ha baholo ba ileng ba nna ba phela kamora lefu la Joshua, ba boneng mesebetsi yohle e meholo ya Morena, eo a ileng a e etsetsa Baiseraele. Jwale Joshua, mora wa Nune, mohlanka wa Morena, a shwa a ena le dilemo tse lekgolo le leshome. Ba mo epela naheng eo a e jeleng lefa, e leng Timina-Herese, naheng e maralla ya Efraime, ka leboya ho thaba ya Gaashe. Ha moloko oo wohle o se o oroseditswe ho bo-ntata wona, ha hlaha moloko o mong, o sa kang wa tseba Morena, kapa mesebetsi eo Morena a e etseditseng Baiseraele. Bana ba Iseraele ba sitelwa Morena, ba sebeletsa bo-Baale. Ba furalla Morena Modimo wa bo-ntata bona, ya ileng a ba ntsha naheng ya Egepeta, ba latela medimo e meng, medimo ya ditjhaba tse ba potapotileng, ba e kgumamela, mme ba halefisa Morena. Ba furalla Morena, ba sebeletsa bo-Baale le Asetarote. Bohale ba Morena ba tlokomela Baiseraele. A neelana ka bona matsohong a dinokwane, mme tsa ba senyetsa. A neelana ka bona matsohong a dira tsa bona tse ba potapotileng, hoo ba neng ba ke ke ba hlola ba ema kapele ho dira tseo tsa bona. Kamehla ha ba eya ntweng, Morena o ne a ba lwantsha, jwalokaha a ne a ile a bua, le jwalokaha a ne a ile a ba hlapanyetsa, mme ba tsieleha haholo. Morena a ba hlahisetsa baahlodi ba ileng ba ba pholosa matsohong a dinokwane tse ba senyetsang. Empa ha ba a ka ba mamela le baahlodi bao ba bona, hobane ba nnile ba kgeloha, ba latela medimo e meng, ba e kgumamela. Kapelepele ba kgeloha tsela eo bo-ntata bona ba neng ba tsamaya ho yona, ba hlompha molao wa Morena, empa bona ha ba a ka ba etsa jwalo. E ne e ye ere ha Morena a ba hlahisetsa moahlodi, Morena o ne a ye a be le moahlodi eo, a ba pholose matsohong a dira tsa bona, ka matsatsi wohle a ho phela ha moahlodi eo. Morena o ne a ba utlwela bohloko ka baka la ho dumaela ha bona ho bakwang ke ba ba hateletseng, ba ba robokelang. Empa e ne e ye ere ha moahlodi a eshwa, ba boele mekgweng ya bona, ba etse tse kgopo le ho feta bo-ntata bona; ba boele ba latele medimo e meng, ba e sebeletse, ba e kgumamele. Ba ne ba sa ke be ba tlohele mesebetsi ya bona e kgopo, kapa manganga a bona. Kgalefo ya Morena ya tlokomela Baiseraele, mme a re: “Kaha setjhaba sena se robile selekane sa ka, seo ke se laetseng bo-ntata sona, mme se sa ka sa mamela lentswe la ka, le nna, ho tloha jwale, ha ke sa tla hlola ke leleka ditjhaba tse kapele ho sona, tseo Joshua a ileng a di siya ha a eshwa. Hona ke hore ke leke Baiseraele ka tsona, ke bone hore na ba tla boloka tsela ya Morena jwalokaha bo-ntata bona ba ile ba e boloka, ba tsamaya ka yona, kapa tjhe.” Yaba Morena o tlohela ditjhaba tseo hore di sale, a se ke a potlakela ho di leleka, mme a se ke a neelana ka tsona matsohong a Joshua. Tsena ke ditjhaba tseo Morena a ileng a di tlohela tsa sala hore a leke Baiseraele ka tsona, e leng ba bangata ba sa kang ba tseba dintwa tsohle tsa Kanana. E ne e le hore meloko ya bana ba Iseraele e ithute ntwa, haholoholo meloko e neng e sa ka ya tseba ntwa. Ditjhaba tseo ke tsa marena a mahlano a Bafilesita, le Bakanana bohle, le Basidone, le Bahife, e leng baahi ba thaba ya Lebanone, ho tloha Baale-Heremone, ho ya fihla lekgalong la Hamate. Ba ile ba siuwa hore ho lekwe Baiseraele ka bona, ho tsejwe hore na ba tla mamela melao ya Morena, eo a e laetseng bo-ntata bona ka Moshe. Bana ba Iseraele ba aha hara Bakanana, le Bahete, le Baamore, le Baperise, le Bahife, le Bajebuse. Ba nyallana le ditjhaba tseo, mme ba sebeletsa medimo ya tsona. Bana ba Iseraele ba sitelwa Morena, ba lebala Morena Modimo wa bona, ba sebeletsa bo-Baale le ditshwantsho tsa Ashera. Bohale ba Morena ba tlokomela Baiseraele, mme a neelana ka bona matsohong a Kushane-Rashataime, kgosi ya Arame-Naharaime, mme bana ba Iseraele ba sebeletsa Kushane-Rashataime ka dilemo tse robedi. Ha bana ba Iseraele ba ipiletsa ho Morena, Morena a ba hlahisetsa mopholosi ya ileng a ba namolela. Ke Oteniele, mora wa Kenase, moena wa Kalebe. Moya wa Morena wa theohela hodima hae, ya eba moahlodi wa Baiseraele. A futuha, mme Morena a neelana ka Kushane-Rashataime, kgosi ya Arame, matsohong a hae. Oteniele a hlola Kushane-Rashataime. Naha ya eba le kgotso ka dilemo tse mashome a mane. Yaba Oteniele, mora wa Kenase, o a shwa. Bana ba Iseraele ba boela ba sitelwa Morena. Morena a matlafatsa Egelone, kgosi ya Moabe, hore a hlole Baiseraele, hobane ba ne ba sitetswe Morena. Egelone a kopanya mabotho a hae le a Baamore le a Baamaleke, yaba o a futuha, o hlola Baiseraele, o hapa motse wa Jeriko. Bana ba Iseraele ba sebeletsa Egelone, kgosi ya Moabe, ka dilemo tse leshome le metso e robedi. Empa ha bana ba Iseraele ba ipiletsa ho Morena, Morena a ba hlahisetsa mopholosi. Ke Ehude, mora wa Gera wa Mobenjamine, monna ya leqele. Bana ba Iseraele ba mo roma ho isetsa Egelone, kgosi ya Moabe, nyehelo. Ehude o ne a iketseditse sabole e hlathang ka mahohle, bolelele ba yona e le disenthimethara tse mashome a mahlano. O ne a e tlama tlasa seaparo sa hae, hodima qholo ya letsoho la hae le letona. Yaba o nea Egelone, kgosi ya Moabe, nyehelo eo. Egelone e ne e le pesolahadi ya monna. Ha Ehude a se a neelane ka nyehelo, a re ho batho ba neng ba nkile nyehelo eo, ba tsamaye. Empa yena a kgutla ha a le pela medimo e betlilweng ka majwe, e pela Gilegale; a fihla, a re: “Motlotlehi kgosi, ke o tliseditse thomo ya lekunutu.” Kgosi ya re: “Kgutsang!” Bohle ba neng ba eme pela kgosi ba tswela kantle. Ehude a tla ho kgosi, e dutse kamoreng e maphodi, e kahodimo, eo e neng e le ya yona e inotshi. Ehude a re: “Ke na le molaetsa wa hao, o tswang ho Modimo.” Egelone a phahama setulong. Ehude a ntsha letsoho la leqele, a hula sabole e qholong ya letsoho la hae le letona, a mo phehlela ka yona mpeng. Mofeng wa kena le sabole, yaba mafura a kwahela sabole, hobane ha a a ka a hula sabole ka mpeng, ya phunyeletsa, ya ya hlaha kamorao. Jwale Ehude a tswela lethuleng, a kwalla kgosi ka kamoreng e kahodimo, a ba a notlela mamati. Ha a se a tswile, bahlanka ba kgosi ba tla. Ba bona hore mamati a kamore e kahodimo a notletswe, mme ba re: “O sa ntsane a ithoma ka ntlwaneng ya kamore e maphodi.” Ba lebella ho fihlela ba be ba belaela. Ha ba bona a sa bule mamati a kamore e kahodimo, ba nka senotlolo ba notlolla. Ba bona kgosi ya bona e tjapaletse fatshe, e shwele. Ka nako eo ba neng ba ntse ba lebeletse, Ehude yena a ipha dimenyane, a ba a fetela ka nqane ho medimo e betlilweng ka majwe, a tshabela Seira. Ha a fihla naheng e maralla ya Efraime a letsa lenaka. Bana ba Iseraele ba tloha naheng e maralla, ba theoha, yena a ba eteletse pele. Yaba o re ho bona: “Ntateleng, hobane Morena o neelane ka dira tsa lona, e leng Bamoabe, matsohong a lona.” Ba theoha ba mo latetse, ba hapa madiboho a Jorodane ao Bamoabe ba tshelang ho wona, mme ba se ke ba dumella le ya mong ho tshela. Ka yona nako eo ba bolaya banna ba Moabe ba ka bang kete tse leshome, bohle e le banna ba dikwankwetla, le banna ba bahlabani, mme ha se ke ha phonyoha le ya mong. Ka lona letsatsi leo, Bamoabe ba hlolwa, ba ba katlasa Baiseraele. Naha ya eba le kgotso ka dilemo tse mashome a robedi. Kamora Ehude moahlodi ya eba Shamegare, mora wa Anate, ya neng a bolaye Bafilesita ba makgolo a tsheletseng ka tsenene e potlakisang dipholo, mme le yena a namolela Baiseraele. Ha Ehude a se a shwele, bana ba Iseraele ba boela ba sitelwa Morena. Morena a neelana ka bona matsohong a Jabine, kgosi ya Kanana, e neng e busa Hasore. Molaodi wa mabotho a hae e ne e le Sisera, ya neng a ahile Haroshete ya Baditjhaba. Bana ba Iseraele ba ipiletsa ho Morena, hobane Jabine o ne a ena le dikariki tsa ntwa tse makgolo a robong, tse entsweng ka tshepe. A hatella bana ba Iseraele habohloko ka dilemo tse mashome a mabedi. Ka nako eo, moporofeta Debora, mosadi wa Lapidote, e ne e le yena moahlodi wa Baiseraele. Debora o ne a ye a dule tlasa sefate sa hae sa palema, pakeng tsa Rama le Bethele, naheng e maralla ya Efraime. Bana ba Iseraele ba ne ba ye ba ye ho yena ho ya ahlolelwa. A roma maqosa ho ya bitsa Barake, mora wa Abinoame, ya tswang Kedeshe e Nafthali, mme Debora a re ho yena: “Morena Modimo wa Iseraele, o o laetse, a re: Tsamaya, o lebe thabeng ya Tabore, o ye le bana ba dikete tse leshome ba tswang hara bana ba Nafthali le hara bana ba Sebulone. Sisera, molaodi wa mabotho a Jabine, ke tla mo nonoeletsa molatswaneng wa Kishone, a tle ka dikariki tsa hae tsa ntwa, le ka mabotho a hae, ebe ke neelana ka yena matsohong a hao. ” Barake a re ho yena: “Haeba o tla tsamaya le nna, ke tla tla ya, empa haeba o sa tsamaye le nna, ha ke na ho ya.” Debora a re: “Ruri ke tla tsamaya le wena, empa leeto leo o le nkang ha le na ho o tlisetsa tlotla, hobane Morena o tla neelana ka Sisera matsohong a mosadi.” Yaba Debora o a ema, o tsamaya le Barake ho ya Kedeshe. Barake a bitsetsa banna ba Sebulone le ba Nafthali Kedeshe, mme a nyolohela teng a ena le banna ba dikete tse leshome. Debora a nyoloha le yena. Jwale Hebere wa Mokene o ne a ikarohantse ho Bakene, e leng ditloholo tsa Hobabe, mohwe wa Moshe, a hlomme tente ya hae tlasa sefate sa eike se Saananime, e pela Kedeshe. Ba tsebisa Sisera hore Barake, mora wa Abinoame, o nyolohetse thabeng ya Tabore. Sisera a bokella dikariki tsa hae tsohle tsa ntwa, e le dikariki tse makgolo a robong tsa ntwa, tse entsweng ka tshepe; le mabotho wohle ao a neng a ena le wona, ho tloha Haroshete ya Baditjhaba ho ya fihla molatswaneng wa Kishone. Debora a re ho Barake: “Tsamaya! Lena ke letsatsi leo ka lona Morena a neelanang ka Sisera matsohong a hao. Ha ke re Morena o se a o eteletse pele?” Barake a theoha thabeng ya Tabore, a ena le banna ba dikete tse leshome. Morena a qhalanya Sisera le dikariki tsa hae tsohle tsa ntwa, le lebotho la hae lohle ka sabole, kapele ho Barake. Sisera a theoha kariking ya hae ya ntwa, a hlanola tlhabela. Barake a phaladisa dikariki le lebotho ho ya fihla Haroshete ya Baditjhaba, moo lebotho lohle la Sisera le ileng la bolaelwa teng ka sabole, ha se ke ha sala le ya mong. Empa Sisera a hlanola tlhabela ho ya fihla tenteng ya Jaele, mosadi wa Hebere wa Mokene, hobane kgotso e ne e le teng pakeng tsa Jabine, kgosi ya Hasore, le lelapa la Hebere wa Mokene. Jaele a ya kgahlanyetsa Sisera, mme a re ho yena: “Fapohela mona, monghadi; kena ka tenteng yaka, o se ke wa tshaba.” Yaba Sisera o kena ka tenteng, Jaele a mo kwahela ka kobo. Sisera a re ho Jaele: “Ako mphe metsinyana ke nwe, hobane ke nyorilwe.” A bula lekuka la lebese, a mo nea, a nwa, yaba o mo kwahela hape. Sisera a re ho Jaele: “Ema monyakong wa tente, mme ere ha motho a ka fihla, a o botsa, a re: Na ho na le motho moo? Wena o tle o re: Tjhe! ” Jwale Jaele, mosadi wa Hebere, a nka thakgisa ya tente, a nka le noto ka letsohong, a mo nanyetsa, a kgokgothella thakgisa eo tlhafunelong ya hae, ya phunyeletsa ho ya fihla fatshe. Sisera o ne a ile le sephume sa boroko, a kgathetse. Yaba o a shwa. Yare ha Barake a ntse a phaladisa Sisera, Jaele a ya mo kgahlanyetsa, a re ho yena: “Tloo, ke tla o bontsha motho eo o ntseng o mmatla.” Barake a kena ka tenteng ya Jaele, mme a bona Sisera a tjapaletse fatshe, a se a shwele, thakgisa e kene tlhafunelong ya hae. Ka lona letsatsi leo Modimo a kokobetsa Jabine, kgosi ya Kanana, kapele ho bana ba Iseraele. Bana ba Iseraele ba nna ba tswela pele ho imela Jabine, kgosi ya Kanana, ho fihlela ba timetsa kgosi eo ya Kanana. Ka lona letsatsi leo Debora, le Barake, mora wa Abinoame, ba bina, ba re: “Kaha baetapele ba Iseraele ba eteletse Baiseraele pele, kaha setjhaba se ikentse sehlabelo ka boithaopo, lona rorisang Morena! “Lona dikgosi mamelang, lona mahosana sekehang tsebe, nna ke tla binela Morena, ke binele Morena Modimo, Modimo wa Iseraele. “Morena, ha o futuha o etswa Seire, o haola, o etswa naheng ya Edomo, lefatshe la na la thothomela, mahodimo a thwathwaretsaka, e, maru a nesa ya ditlwebelele. Dithaba tsa qhibidiha kapela Morena, le Sinai ya qhibidiha kapela Morena Modimo wa Iseraele. “Mehleng ya Shamegare mora wa Anate, mehleng ya Jaele ditsela tsa mela mohlwa, batsamai ba hlahlathela ka ditselana. Iseraele ya hloka babusi, ya ba hloka ho fihlela nna Debora ke ema ka maoto, ke le mma Baiseraele. Ba ikgethela medimo e metjha, ntwa ya eba teng kgorong tsa metse ya bona. Hara ba kete tse mashome a mane tsa Baiseraele, na ho kile ha bonwa thebe kapa lerumo? Pelo ya ka e rata balaodi ba Iseraele, lona ba ikentseng sehlabelo sa setjhaba ka boithaopo, lona rorisang Morena! “Lona ba palamang ditonki, tonki tse tshweu, lona ba dutseng dibutshabutsheng, le lona bo-mofetakatsela, bolelang jwalo. Holehole le marata a bo-rametsu, bakeng tseo ho kguwang metsi ho tsona, teng ba tla pheta ketso tse lokileng tsa Morena, ketso tse lokileng tsa babusi ba hae ba Iseraele; jwale tjhaba sa Morena sa theohela kgorong tsa metse. “ Phaphama, phaphama, Debora! Phaphama, phaphama, phokola sefela! Tsamaya Barake, mora wa Abinoame, o kganne bathopuwa ba hao! “Masalla a mahosana a theoha, tjhaba sa Morena sa theoha jwaloka bahale ho nthusetsa. Banna ba Efraime ba theohela naheng ya Amaleke, Benjamine a o latela a le hara mabotho a hao. Balaodi ba theoha ba etswa ha Makiri, ha Sebulone ha tswa ba nkileng mokgele wa molaodi. Mahosana a Isakare a tsamaya le Debora, Isakare le yena a tsamaya le Barake, ya eba letlaburu retheng tsa hae ho leba kgohlong. Ba morabe wa Rubene ba ferekana, ba ipotsa hore na ba ka ya thusetsa. Le duletseng hara mehlape ya lona, le mametse makodilo a badisana? Ba morabe wa Rubene ba ferekana, ba ipotsa hore na ba ka ya thusetsa. Gileade a itulela mose ho Jorodane, Dane yena o duletseng ka dikepeng? Ashere yena o ituletse lebopong la lewatle, o iphomoletse dikoung tsa lona. Morabe wa Sebulone o ipeile kotsing ya lefu, le wa Nafthali o entse jwalo o le hodima dithaba. “Dikgosi tsa fihla tsa lwana, dikgosi tsa Kanana tsa lwana di le Taanake, di le Taanake pela metsi a Megido, empa ha di a ka tsa hapa silefera. Dinaledi tsa lwana di le hodimo, tsa lwantsha Sisera di le tseleng ya tsona. Molapo wa Kishone wa ba hohola, molapo wa boholoholo, molapo wa Kishone; ba hatakele ka matla, wena moya wa ka! Tlhako tsa dipere tsa tilaka fatshe, tsa tilaka fatshe ha natla di baleha. “ Rohaka Merose, ho rialo ngeloi la Morena, O rohake, o rohake le baahi ba yona, hobane ha ba a ka ba thusa Morena, ha ba a ka ba thusa Morena direng tsa hae. “Ho lehlohonolo Jaele hara basadi, yena mosadi wa Hebere wa Mokene, o lehlohonolo hara basadi bohle ba phelang ditenteng. Sisera a kopa metsi, Jaele a mo nea lebese, a mo tlisetsa lebejana ka mohope wa mahosana. Ka tsoho le letshehadi a nka thakgisa ya tente, ka tsoho le letona a nka noto, a ngaba Sisera ka yona, a pshatla hata la hae, a kgokgothella thakgisa tlhafunelong ya hae. Sisera a wela fatshe maotong a hae, a wela fatshe, a tjapalla, a wela maotong a hae, a tjapalla, a shwela moo a wetseng teng. “Mma Sisera a hlaha ka fesetere a qamaka, a howa a le kamora lesira, a re: Kariki ya hae ya ntwa e diehile hakaakang? Diqi tsa dipere tsa hae ha di utlwahale keng?>*** Tse bohlalehlale tsa kgosatsana tsa hae di a mo araba, e, le yena o bile o a ikaraba: Ba hapile, ba arolelana tsa kgapo, mohlabani ka mong o abelwa morwetsana, kapa o abelwa barwetsana ba le babedi; Sisera o abelwa seaparo se mebala, seaparo se mebala, se homilweng; aparo tse pedi, tse homilweng, tsa molaleng, ke tsa ka! “Dira tsohle tsa hao a di ke di timele, Morena, empa ba o ratang ba be jwaloka letsatsi, letsatsi ha le tjhaba ka matla a lona.” Naha ya eba le kgotso ka dilemo tse mashome a mane. Bana ba Iseraele ba sitelwa Morena. Morena a neelana ka bona matsohong a Bamidiane ka dilemo tse supileng. Bamidiane ba imela bana ba Iseraele. Ka baka la ho tshaba Bamidiane, bana ba Iseraele ba ile ba ipata matsabeng, le mahaheng, le diqhobosheaneng. E ne e ye ere ha Baiseraele ba jetse, Bamidiane, le Baamaleke, le ba merabe ya Botjhabela, ba nyolohe, ba futuhele Baiseraele. Ba ne ba ye ba hlome malebana le Baiseraele, ba senye dijalo masimong ho ya fihla Gasa, ba se ke ba ba siela leha e le nku kapa kgomo kapa tonki. Bamidiane ba ne ba ye ba nyolohe le mehlape ya bona, le ditente tsa bona, ba tle jwaloka boiyane ba ditsie. Palo ya bona le ya dikamele tsa bona e ne e ke ke ya balwa, mme ba fihle naheng eo ba e falatse. Baiseraele ba futsaneha ka baka la Bamidiane. Bana ba Iseraele ba ipiletsa ho Morena. Yare ha bana ba Iseraele ba ipiletsa ho Morena, ka baka la Bamidiane, Morena a romela moporofeta ho bana ba Iseraele. Moporofeta eo a re ho bona: “Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena: Ke le nyolotse Egepeta; ke le ntshitse moo le neng le le makgoba teng. Ke le namoletse matsohong a Baegepeta, le matsohong a bohle ba neng ba le hateletse. Ke ba lelekile kapele ho lona, mme ka le nea naha ya bona. Ka re ho lona: Ke nna Morena Modimo wa lona; le se ke la tshaba medimo ya Baamore bao le ahileng naheng ya bona. Empa ha le a ka la mmamela.” Lengeloi la Morena la fihla, mme la dula katlasa sefate sa eike se Ofera, seo e neng e le sa Jowashe, wa Moabiesere. Gideone, mora wa Jowashe, o ne a ntse a polela koro setlhotlelong sa veine, hore a e patele Bamidiane. Lengeloi la Morena la itlhahisa ho Gideone, la re ho yena: “Morena o na le wena, wena mohlabani wa senatla.” Gideone a re ho lona: “Monghadi wa ka, haeba Morena a ena le rona, ke ka baka lang ha re hlahetswe ke ntho ee? E kae mehlolo yohle ya hae, eo bo-ntata rona ba re boleletseng yona, ba re: Na Morena ha a a re nyolla Egepeta? Empa jwale o re lahlile, o neelane ka rona matsohong a Bamidiane.” Morena a retelehela ho yena, a re: “Eya ka matla ana a hao, o namolele bana ba Iseraele matsohong a Bamidiane. Na ha ke a o roma?” Gideone a re ho Morena: “Oho, Morena ka, ke tla namolela Baiseraele ka eng? Bona, lelapa leso ke lona le fokolang haholo morabeng wa Manase, mme nna ke wa ho fejana lapeng leso.” Morena a re ho yena: “Ruri ke tla ba le wena, mme o tla hlola Bamidiane jwalokaha eka ke motho a le mong.” Yaba Gideone o re ho yena: “Haeba o nkgauhetse, ako nketsetse pontsho ya hore efela ke wena ya buang le nna. Se ke wa tloha mona, ke a o rapela, ho fihlela ke ba ke kgutlela mona ho wena, ke o tlisetsa nyehelo ya ka, ke e bea kapele ho wena.” Morena a re: “Ke tla ema mona ho fihlela o ba o kgutla.” Yaba Gideone o kena ka tlung ya hae, o hlaba potsanyane, o a e pheha, mme ka phofo e thumisehileng, e ka bang boima ba dikilo tse leshome, a etsa dikuku tse sa lomoswang. A nka nama, a e kenya ka serotong, a tshela moro ka pitseng, a di tlisetsa Morena a le katlasa sefate sa eike, a mo nea tsona. Lengeloi la Morena la re ho yena: “Nka nama le dikuku tse sa lomoswang, o di bee hodima lefika lena, o tshele moro hodima tsona.” Gideone a etsa jwalo. Lengeloi la Morena la ama nama le dikuku tse sa lomoswang ka ntlha ya molamu wa lona, mme mollo wa tlola hodima lefika, wa tjhesa nama le dikuku tse sa lomoswang. Yaba lengeloi la Morena le nyamela a ntsa le shebile. Ha Gideone a lemoha hore e ne e le lengeloi la Morena, a re: “Oho, Morena Modimo, ke bone lengeloi la hao fahleho di tadimane!” Morena a re ho yena: “Kgotso e be le wena. O se ke wa tshaba, o ke ke wa shwa.” Gideone a hahela Morena aletare moo, mme a e rea lebitso la “Morena ke kgotso”. Le kajeno-ya-bokajeno e ntse e le teng sebakeng se bitswang Ofera, seo e leng sa Baabiesere. Hona bosiung boo, Morena a re ho Gideone: “Nka pohwana ya ntatao, e leng pohwana e dilemo tse supileng; o heletse aletare ya Baale, eo ntatao a e hahileng. O senye le ditshwantsho tsa Ashera, tse pela yona. Jwale o hahele Morena Modimo wa hao aletare, hodima qhobosheane ena, mme o e hahe ka makgethe. Ebe o nka pohwana ya bobedi, o bese mollo ka patsi ya difate tsa ditshwantsho tsa Ashera, tseo o tla di ratha.” Gideone a nka banna ba leshome ba bahlanka ba hae, a etsa kamoo Morena a mo laetseng kateng. Ka baka la ho tshaba ba lelapa labo, le banna ba motse, Gideone a phetha taelo ya Morena e le bosiu. Ha banna ba motse ba tsoha e sa le hoseng, ba bona aletare ya Baale e heleditswe, le ditshwantsho tsa Ashera, tse pela yona, di sentswe, le pohwana ya bobedi e entswe nyehelo hodima aletare e hahilweng. Banna bao ba buisana, ba re: “Ke mang ya entseng ntho ee?” Ba batlisisa, ba botsisisa, ba re: “Ntho ena e entswe ke Gideone, mora wa Jowashe.” Banna ba motse ba re ho Jowashe: “Ntsha mora wa hao a tlo bolawa, hobane o heleditse aletare ya Baale, hape o sentse le ditshwantsho tsa Ashera.” Jowashe a re ho bohle ba neng ba eme pela hae: “Na le rata ho buella Baale? Kapa le rata ho mo sireletsa? Mang kapa mang ya mmuellang o tla bolawa bo eso ka bo esa. Haeba Baale e le Modimo ha a ke a ipuelle, hobane motho e mong o heleditse aletare ya hae.” Ke ka baka leo Gideone a ileng a rewa lebitso la Jerubaale ka lona letsatsi leo, e leng ho re: “Baale a ke a ipuelle,” hobane Gideone o heleditse aletare ya hae. Jwale Bamidiane bohle, le Baamaleke, le ditjhaba tsa botjhabela, ba bokellana, ba tshela Jorodane, ba hloma phuleng ya Jesereele. Moya wa Morena wa aparela Gideone, a letsa lenaka, mme Baabiesere ba bokellana, ba mo latela. Gideone a romela maqosa ho ba morabe wa Manase, le bona ba bokellana, ba mo latela. A romela maqosa ho ba morabe wa Ashere, le ho wa Sebulone, le ho wa Nafthali, mme ba nyoloha, ba mo kgahlanyetsa. Gideone a re ho Modimo: “Haeba o ka fela wa namolela Baiseraele ka letsoho la ka, jwalokaha o buile, ke tla bea boya ba nku seotlong. Haeba phoka e ka tsoha e letse hodima boya feela, empa kathoko ho bona ho omme, ke tla tseba hore o tla fela o namolele Baiseraele ka letsoho la ka, jwalokaha o buile.” Ha fela ha eba jwalo, hobane eitse ha Gideone a tsoha e sa le hoseng, mme a tlhotla boya, ha tswa phoka e tlalang lefiswana. Yaba Gideone o re ho Modimo: “Kgalefo ya hao e se ke ya ntlokomela, mme ke tla bua hanngwe feela. Ako ntumelle ke leke hanngwe hape ka boya bona ba nku. Ho ke ho omelle boya ba nku feela, hohle fatshe phoka e lale.” Modimo a etsa jwalo hona bosiung boo. Ha tsoha ho omme boya ba nku feela, empa hohle fatshe ho letse phoka. Jerubaale, e leng Gideone, le setjhaba sohle sa hae, ba tsoha e sa le hoseng, ba hloma pela sediba sa Harode. Diahelo tsa Bamidiane di ne le ka leboya ho bona, ka kgohlong, pela leralla la More. Morena a re ho Gideone: “Batho bao o nang le bona ba bangata haholo, hoo nke keng ka neelana ka Bamidiane matsohong a bona, esere Baiseraele ba ikgohomosetsa nna, ba re: Ke rona ba ipholositseng. Ka baka leo, bolella setjhaba sohle, o re: Mang kapa mang ya tshabang, ya thothomelang, a hle a kgutle, a tlohe thabeng ya Gileade e sa le hoseng. ” Setjhaba se ileng sa kgutla ya eba dikete tse mashome a mabedi a metso e mmedi, mme ha sala dikete tse leshome feela. Yaba Morena o re ho Gideone: “Setjhaba se sa le sengata. Se theolele metsing, mme ke tla o kgethela sona hona moo. Eo ke tla re ho wena: Enwa o tla ya le wena, o tla ya le wena, mme ofe kapa ofe eo ke tla re ho wena: Enwa a ke ke a ya le wena, eo a ke ke a ya.” Gideone a theolela setjhaba metsing, mme Morena a re ho yena: “Mang kapa mang ya qaphang metsi ka leleme la hae, jwaloka ntja ha e qapha metsi, eo o tla mo emisa ka lehlakoreng le leng. Ka mokgwa o jwalo, mang kapa mang ya kgumamang ka mangwele ha a enwa, le yena o mo emise ka lehlakoreng lesele.” Palo ya a ileng ba qapha metsi a le diatleng tsa bona ya eba makgolo a mararo, empa ba bang bohle bona ba kgumama ka mangwele, ba nwa metsi. Yaba Morena o re ho Gideone: “Ke tla le namolela ka banna ba makgolo a mararo, ba ileng ba qapha metsi, ke neelane ka Bamidiane matsohong a hao. Ere batho ba bang bohle ba tsamaye, e mong le e mong a ikele ha hae.” Ba nka dijo tsa setjhaba, le manaka a bona. E mong le e mong wa banna bohle ba Baiseraele a romelwa tenteng ya hae, empa banna ba makgolo a mararo bona ba sala. Diahelo tsa Bamidiane di ne di le tlasa bona, ka kgohlong. Ka bona bosiu boo Morena a re ho Gideone: “Tsoha, o theohele diahelong tsa Bamidiane, hobane ke neelane ka tsona matsohong a hao. Haeba o tshaba ho theoha o le mong, theohela teng le Pura, mohlanka wa hao. Teng o tla utlwa tseo ba di buang. Kamora moo o tla matlafala, mme o be le sebete sa ho futuhela diahelo tsa bona.” Yaba bo-Gideone le Pura, mohlanka wa hae, ba theohela karolong e kathokothoko ya diahelo tseo bahlabani ba neng ba le ho tsona. Bamidiane, le Baamaleke, le ditjhaba tsa botjhabela, ba ne ba hwaramane ka kgohlong jwaloka boiyane ba ditsie. Dikamele tsa bona di ne di ke ke tsa balwa, di le kaa ka lehlabathe le lebopong la lewatle ka bongata. Ha Gideone a fihla a utlwa monna e mong a phetela molekane wa hae toro eo a e lorileng, a re: “Mamela, ke lorile toro, mme ka bona kuku e entsweng ka phofo ya harese e thetehela kahara diahelo tsa Bamidiane. Ya fihla tenteng, ya e thula, yaba tente e a wa, e a phethoha, e putlama fatshe.” Molekane wa hae a araba, a re: “Toro ena ha e bolele letho, haese sabole ya Gideone, mora wa Jowashe, monna wa Moiseraele. Modimo o neelane ka Bamidiane le lebotho lohle matsohong a hae.” Ha Gideone a se a utlwile tsa toro le tlhaloso ya yona, a kgumama, a nto kgutlela diahelong tsa Baiseraele. A fihla, a re: “Tsohang, hobane Morena o neelane ka lebotho la Bamidiane matsohong a lona.” Gideone a arola bahlabani ba makgolo a mararo dihlopha tse tharo. A nea monna e mong le e mong lenaka, le mopotjwana o se nang letho, haese serumola feela kahara wona. Yaba Gideone o re ho bona: “Ntadimeng, mme le nketsise. Bonang mona, e tle ere ha ke fihla kathokothoko ho diahelo, le nketsise. Ha nna le bohle bao ke nang le bona re letsa manaka, le lona le tle le letse manaka ka mahlakoreng wohle a diahelo, mme le re: Ka Morena le ka Gideone! ” Ka mokgwa o jwalo Gideone le banna ba nang le yena ba fihla thekong e kathokothoko ya diahelo hara mpa ya bosiu, ha ho kena balebedi ba bosiu. Ba letsa manaka, ba pshatla mepotjwana e matsohong a bona. Banna ba dihlopheng tsena tse tharo ba letsa manaka, ba pshatla mepotjwana, ba nka dirumola ka matsoho a matshehadi, ka a matona ba nka manaka ao ba tla a letsa, ba howa, ba re: “Ka sabole ya Morena le ya Gideone!” Monna e mong le e mong a ema thekong ya hae ho potapota diahelo. Mabotho wohle a ba direng a ne a matha, a howeletsa, a ntse a baleha. Ha Baiseraele ba letsa manaka a makgolo a mararo, Morena a etsa hore Bamidiane ba hlabane ka disabole, hara lebotho lohle la bona. Lebotho leo la baleha, la ya fihla Bete-Shita, nqa Serera, le ho ya fihla moeding wa Abele-Mehola, pela Tabate. Baiseraele ba morabe wa Nafthali, le ba morabe wa Ashere, le ba morabe wohle wa Manase, ba hlabelwa mokgosi, mme ba phaladisa Bamidiane. Yaba Gideone o romela maqosa naheng yohle ya Efraime e maralla, o re: “Theohang, le futuhele Bamidiane. Le ba thibele madiboho a Jorodane, ho ya fihla Bete-Bara.” Banna bohle ba morabe wa Efraime ba phutheha, mme ba thiba madiboho a Jorodane, ho ya fihla Bete-Bara. Ba tshwara mahosana a mabedi a Bamidiane, e leng Orebe le Seebe. Ba bolaela Orebe lefikeng le Orebe, Seba yena ba mmolaela setlhotlelong sa Seba. Ba phaladisa Bamidiane, mme hlooho ya Orebe le hlooho ya Seba ba di isa ho Gideone a le mose ho Jorodane. Banna ba morabe wa Efraime ba re ho Gideone: “Ke eng ee, eo o re entseng yona, ha o sa ka wa re mema ha o futuhela Bamidiane?” Yaba ba mo nyatsa haholo ka taba ena. Gideone a re ho bona: “Seo ke se entseng hase letho ha se bapiswa le seo lona le se entseng. Na se senyenyane, seo ba morabe wa Efraime ba se entseng, ha se seholo ho feta seo ba morabe wa Abiesere ba se entseng? Modimo o neelane ka mahosana a Bamidiane, e leng Orebe le Seebe, matsohong a lona. Nna ke entse eng e ka bapiswang le seo le se entseng?” Hoba a bue tjena, kgalefo ya bona ya kokobela. Yaba Gideone le bahlabani ba makgolo a mararo ba neng ba ena le yena ba tshela noka ya Jorodane, ba kgathetse, empa ba ntse ba phaladisa Bamidiane. A re ho banna ba Sukote: “A le ke le fe bahlabani bana ba tsamayang le nna bohobe, hobane ba kgathetse; nna ke sa ntse ke phaladisa Seba le Salemuna, dikgosi tsa Bamidiane.” Empa mahosana a Sukote a re: “Na o se o tshwere Seba le Salemuna, hoo re ka fang bahlabani ba hao bohobe?” Yaba Gideone o re: “Ho lokile he, ha Morena a se a neelane ka Seba le Salemuna matsohong a ka, lona ke tla le shapa ka meutlwa le ka leoka la lehwatata.” Yaba o nyolohela Penuele, mme le ho ba Penuele a bua jwalokaha a ile a bua ho ba Sukote. Banna ba Penuele le bona ba mo araba jwalokaha banna ba Sukote ba ile ba mo araba. Gideone a re ho banna ba Penuele: “Ha ke kgutlela ho lona ke ntse ke phela, ke tla heletsa tora ena.” Bo-Seba le Salemuna ba ne ba le Karakore, ba ena le mabotho a bona, ao e neng e ka ba banna ba dikete tse leshome le metso e mehlano. E ne e le bona feela ba neng ba ile ba sala lebothong la ditjhaba tsa botjhabela. Bahlabani ba neng ba ile ba bolawa e ne e le dikete tse lekgolo le mashome a mabedi. Gideone a nyoloha ka tsela e sebediswang ke ba phelang ditenteng, ka botjhabela ho Noba le Jogeboha, a tsometsa lebotho leo, a le bolaya. Bo-Seba le Salemuna ba baleha, empa Gideone a ba phaladisa. A tshwara dikgosi tseo tse pedi tsa Bamidiane, e leng Seba le Salemuna, mme lebotho lohle la phasaphasa. Jwale Gideone, mora wa Jowashe, a kgutla ntweng ka tsela ya Lekgalo la Herese. A tshwara mohlankana wa Sukote, a mmotsa dipotso. Mohlanka eo a ngolla Gideone mabitso a mahosana le a baholo ba Sukote, mme ya eba banna ba mashome a supileng a metso e supileng. Gideone a fihla ho banna ba Sukote, a re ho bona: “Bonang bo-Seba le Salemuna, bao le ileng la nnyedisa ka bona, la re: Na bo-Seba le Salemuna o se o ba tshwere, hoo re ka fang banna ba hao, ba kgathetseng, bohobe? ” Gideone a nka baholo ba motse, a nka le meutlwa le leoka la lehwatata, mme ka tsena a shapa banna ba Sukote. A heletsa tora ya Penuele, a bolaya banna ba motse oo wa Penuele. Jwale Gideone a re ho Seba le ho Salemuna: “Banna bao le ba bolaetseng Tabore ba hokae?” Ba araba, ba re: “Ba ne ba tshwana le wena, e mong le e mong wa bona eka ngwana wa kgosi.” A re ho bona: “Bao e ne e le bana beso, ba tswetsweng ke mme. Ke hlapanya ka Morena ya phelang, hore hoja la se ke la ba bolaya, le nna ke ne nke ke ka le bolaya.” A re ho Jetere, letsibolo la hae: “Ema, o ba bolaye!” Empa mohlanka a se ke a tsomula sabole ya hae, hobane o ne a tshaba, kaha a ne a sa le monyenyane. Jwale bo-Seba le Salemuna ba re ho Gideone: “A ho eme wena ka sebele, o re bolaye, hobane wena o na le matla a bonna.” Gideone a ema, a bolaya bo-Seba le Salemuna; a nka mekgabiso e neng e le melaleng ya dikamele tsa bona. Jwale banna ba Iseraele ba re ho Gideone: “Re buse, wena le mora wa hao, le setloholo sa hao, hobane o re namoletse matsohong a Bamidiane.” Yaba Gideone o re ho bona: “Nke ke ka le busa, le yena mora wa ka a ke ke a le busa; Morena ke yena ya tla le busa.” Gideone a boela a re ho bona: “Ke etsa kopo ho lona ya ho re e mong le e mong wa lona a ke a nnee masale ao a a hapileng.” Dira tsa bona di ne di ena le masale a entsweng ka kgauta, hobane e ne e le Baishemaele. Ba araba, ba re: “Re tla o nea wona re sa kganane.” Ba ala kobo fatshe, monna e mong le e mong a akgela masale ao a a hapileng hodima yona. Boima ba masale ao Gideone a neng a ile a a kopa ya eba dikilo tse ka bang mashome a mabedi, ntle ho dikgaretsana, le mekgabiso, le diaparo tse entsweng ka lesela le perese, tse neng di aparwa ke dikgosi tsa Midiane; le kantle ho diketane tse neng di le melaleng ya dikamele tsa bona. Ka tsena yaba Gideone o etsa setipe seo a ileng a se bea kahara motse wa hae wa Ofera. Baiseraele bohle ba kwenehela Morena ba kgumamela setipe seo, mme sa fetoha leraba ho Gideone le ho ba lelapa la hae. Bamidiane ba kokobetswa jwalo, kapele ho bana ba Iseraele, ba se ke ba hlola ba tsosa mohlahla. Mehleng eo ya Gideone naha ya eba le kgotso ka dilemo tse mashome a mane. Jerubaale, e leng Gideone, mora wa Jowashe, a boela ha hae, a dula teng. Gideone a ba le bara ba mashome a supileng, ba tswetsweng ke yena, hobane o ne a nyetse basadi ba bangata. Mosadi wa hae wa lefielo, ya neng a phela Shekeme, le yena a mo tswalla mora, mme a mo rea lebitso la Abimeleke. Gideone, mora wa Jowashe, a shwa a se a tsofetse haholo, mme a epelwa lebitleng la ntatae Jowashe, sebakeng sa Ofera ya Baabiesere. Yare hanghang hoba Gideone a shwe, bana ba Iseraele ba kwenehela Morena hape, ba sebeletsa bo-Baale, ba iketsetsa Baale-Berite hore e be modimo wa bona. Bana ba Iseraele ba se ke ba hlola ba sa hopola Morena Modimo wa bona, ya neng a ile a ba namolela matsohong a dira tsohle tsa bona, tse neng di ba potapotile. Lelapa la Jerubaale, e leng Gideone, ba se ke ba hlola ba le bontsha teboho ya letho, bakeng sa molemo wohle oo Gideone a ileng a o etsetsa Baiseraele. Abimeleke, mora wa Jerubaale, a ya Shekeme ho bo-malomae. A bua le bona le ba lelapa lohle la ntataemoholo ya tswalang mmae, a re: “Ke a le kopa: Buang moo bana bohle ba Shekeme ba utlwang, le re: Ho molemo ho lona ke hofe: Na ke ho buswa ke banna ba mashome a supileng, bao bohle e leng bara ba Jerubaale, kapa ke ho buswa ke monna a le mong feela? Hopolang hore nna le lona re nama e le nngwe le madi a le mang.” Bo-malomae ba bua mantswe ana wohle ka Abimeleke, moo banna bohle ba Shekeme ba utlwang, mme dipelo tsa bona tsa sekamela ka ho Abimeleke, hobane ba ile ba re: “Ke ngwanabo rona.” Ba nea Abimeleke ditjhelete tse mashome a supileng tsa silefera, tse neng di etswa ka tempeleng ya Baale-Berite. Ka tjhelete ena a hira banna ba dikweta, mme bao ba mo latela. Abimeleke a ya tlung ya ntatae e Ofera, mme a bolaela bana babo, e leng banna ba mashome a supileng, bao e leng bara ba Jerubaale, hodima lejwe le le leng. Empa Jotame, mora wa Jerubaale wa ho fela, yena a sala, hobane o ne a ipatile. Banna bohle ba Shekeme le ba Bethemilo ba phuthehela sefateng sa eike se Shekeme, moo ho nang le sefika, mme ba etsa Abimeleke kgosi ya bona hona teng. Ha Jotame a bolellwa tsena a nyoloha, a fihla a ema tlhorong ya thaba ya Gerisime. A howeletsa, a re ho banna ba Shekeme: “Mmameleng, lona banna ba Shekeme, e le hore Modimo a tle a le mamele. Ho thwe difate di kile tsa kopana ho ikgethela kgosi. Yaba di re ho sefate sa mohlwaare: Eba kgosi ya rona. “Empa sefate sa mohlwaare sa re ho difate tseo: Le re ke tlohele ho etsa ole ya ka, eo ka baka la ka ho tlotlwang Modimo le batho ka yona, ke nne ke yo fokaela hodima difate?>*** “Jwale difate tsa re ho sefate sa feiye: Tloo, o be kgosi ya rona. “Empa sefate sa feiye sa re ho tsona: Le re ke tlohele bomonate ba ka, le ditholwana tsa ka tse monate, ke nne ke yo fokaela hodima difate?>*** “Yaba difate di re ho sefate sa morara: Tloo, o be kgosi ya rona. “Sefate sa morara sa re ho tsona: Le re ke tlohele veine ya ka e thabisang Modimo le batho, ke nne ke yo fokaela hodima difate?>*** “Jwale difate tsohle tsa re ho leoka: Tloo, o be kgosi ya rona. “Empa leoka la re ho difate: Haeba le fela le ntlotsa hore ke be kgosi ya lona, tloong, le tshabele moriting wa ka, empa haeba le sa etse jwalo eka mollo o ka tswa meutlweng ya ka, wa tjhesa difate tsa dikedare tsa Lebanone. “Ka baka leo, na le sebeditse ka nnete le ka nepo, ka ho etsa Abimeleke kgosi? Na le entse Jerubaale le ba lelapa la hae hantle, ho ya kamoo diketso tsa hae di lokelang kateng? Ntate o le lwanetse, a bea bophelo ba hae kotsing, a le namolela motsohong a Bamidiane. Empa kajeno lona le tsohetse lelapa la ntate matla. Le bolaetse bara ba hae, e leng banna ba mashome a supileng, hodima lejwe le le leng, mme Abimeleke, mora wa lekgabunyane la hae, le mo entse kgosi ya banna ba Shekeme, hobane ke ngwanabo lona. Haeba kajeno le sebeleditse Jerubaale le ba lelapa la hae ka nnete le ka nepo, thabelang Abimeleke, mme le yena a ke a le thabele. Empa haeba ho se jwalo, eka mollo o ka tswa ho Abimeleke, wa tjhesa banna ba Shekeme le ba Bethemilo, mme eka mollo o ka tswa ho banna ba Shekeme le ho ba Bethemilo, wa tjhesa Abimeleke.” Jotame a matha, a baleha, a ya Beere. A aha teng ka baka la ho tshaba Abimeleke, ngwanabo. Ha Abimeleke a qetile dilemo tse tharo e le kgosana ya Baiseraele, Modimo a romela moya o mobe pakeng tsa Abimeleke le banna ba Shekeme. Banna bao ba Shekeme ba fetohela Abimeleke, e le hore polao e ileng ya etswa ho bara ba mashome a supileng ba Jerubaale, le madi a bona a tsholotsweng, tsena di tle di botswe Abimeleke, ngwanabo bona, ya ba bolaileng; di botswe le banna ba Shekeme ba ileng ba mo thusa ho bolaya bana babo. Banna ba Shekeme ba lalla Abimeleke hodima dithaba. Ba kweta bohle ba neng ba feta ka tsela eo. Yaba Abimeleke o a tsebiswa. Gaale, mora wa Ebede, a tla a ena le bana babo, ba fallela Shekeme. Banna ba Shekeme ba mo tshepa. Ba ya masimong, ba kotula morara wa bona. Ba ritela veine, ba etsa mokete. Ba kena ka tempeleng ya modimo wa bona, ba eja, ba enwa, mme ba rohaka Abimeleke. Yaba Gaale, mora wa Ebede, o re: “Le re Abimeleke ke mang? Rona ba Shekeme re mo sebeletsa ka baka lefe? Na hase yena mora wa Jerubaale, le molaodi wa hae Sebule, ba neng ba sebeletsa banna ba Hamore, ntata Shekeme? Jwale rona re mo sebeletsa ka baka lefe? Haeba setjhaba see se buswa ke nna! Ke ne ke tla leleka Abimeleke! Ke ne ke tla re ho Abimeleke: Eketsa bahlabani ba hao, o tle, re lwane. ” Yare ha Sebule, mmusi wa motse, a utlwa mantswe a Gaale, mora wa Ebede, bohale ba hae ba tlokoma. A roma maqosa ho Abimeleke a le Aruma, a re: “Bona, Gaale, mora wa Ebede, le bana babo ba tlile Shekeme, mme ba hlohleletsa batho ba motse hore ba o fetohele. Ka baka leo, wena le batho ba ka ho wena, le tsohe bosiu, le ba lalle ka naheng. Hosasane o tsohe ka madungwadungwana, ere hanghang ha letsatsi le tjhaba, o futuhele motse. Etlare ha Gaale le batho ba ka ho yena ba o kgahlanyetsa, wena o ba etse kamoo o ka etsang kateng.” Abimeleke le batho bohle ba neng ba ena le yena ba tsoha e sa le bosiu, ba lalla motse wa Shekeme ba le dihlopha di nne. Gaale, mora wa Ebede, a tswa, a ema kgorong ya motse. Abimeleke le banna ba neng ba ena le yena ba ropoha moo ba neng ba laletse teng. Eitse ha Gaale a bona batho bao a re ho Sebule: “Bona, batho ke bao ba theoha kahodima thaba!” Yaba Sebule o re ho yena: “O bona meriti ya dithaba, e kang ke batho.” Gaale a boela a bua hape, a re: “Bona, batho ke bano ba theoha letsatseng la thaba. Sehlopha se seng se theoha ka tsela e fetang sefateng sa eike sa dinohe.” Jwale Sebule a re ho yena: “Bo kae jwale boithoriso ba hao, wena ya itseng: Le re Abimeleke ke mang, hoo re ka mo sebeletsang? Na batho baa hase bona bao o neng o ba nyedisa? Ako tswe jwale, o yo ba lwantsha.” Gaale a tswa a eteletse banna ba Shekeme pele, a lwantsha Abimeleke. Gaale a baleha, Abimeleke a mo phaladisa. Ditopo tsa banna ba Gaale tsa etsa mofela ho ya fihla kgorong ya motse. Abimeleke a aha Aruma, Sebule yena a leleka Gaale le bana babo hore ba se ke ba aha Shekeme. Ka la hosasane batho ba tswa ho ya naheng, mme Abimeleke a tsebiswa taba ena. Yaba Abimeleke o nka banna ba hae, o ba arola dihlopha tse tharo, o ilo lalla naheng. Yare ha a tadima, a bona banna ba etswa motseng; a ba lwantsha, a ba bolaya. Bo-Abimeleke le sehlopha sa hae ba kgorohela pele, ba fihla ba ema kgorong ya motse. Dihlopha tse pedi tsona tsa kgorohela bohle ba neng ba le naheng, tsa ba bolaya. Abimeleke a qeta letsatsi leo lohle a patetse motse, a ba a o hapa, a bolaya batho ba ka ho wona. A heletsa motse oo, a nyanyatsa lesupi ka letswai. Ha banna bohle ba tora ya Shekeme ba utlwela hona, ba kena ka qhobosheaneng ya tempele ya Ele-Berite. Abimeleke e tsebiswa hore banna bohle ba tora ya Shekeme ba phuthehetse moo, mme a nyolohela thabeng ya Salemone, yena le batho bohle bao a neng a ena le bona. Abimeleke a nka selepe ka letsoho la hae, a rema lekala la sefate, a le nka, a le jara lehetleng, a re ho batho ba neng ba ena le yena: “Nketsiseng, le etse ka potlako seo le bonang ke se etsa.” Batho bohle ba mo etsisa, e mong le e mong a ithemela lekala. Ba latela Abimeleke, ba tshetleha makala qhobosheaneng, ba tjhesa qhobosheane ka makala ao. Batho bohle ba neng ba le ka toreng ya Shekeme, bao e neng e ka ba banna le basadi ba sekete, ba eshwa. Jwale Abimeleke a futuhela Tebese, a e etsetsa thibella, a e hapa. Empa ho ne ho ena le tora e hahilweng ka thata kahara motse. Batho bohle ba motse, banna bohle le basadi bohle, ba tshabela ka toreng eo. Ba ikwalla ka ho yona, ba ba ba hlwella le marulelong a yona. Abimeleke a fihla toreng eo, a e patela. A atamela monyakong wa tora, hore a tle a e tjhese ka mollo. Mosadi e mong a bata Abimeleke ka tshilwana hodima hlooho, a mo pshatla lehata. Kapelepele Abimeleke a bitsa mohlankana ya jereng dihlomo tsa hae, a re ho yena: “Tsomula sabole ya hao, o mpolaye, esere ba nna ba bua ka nna, ba re: O bolailwe ke mosadi. ” Mohlankana eo a mo phehletsa ka sabole, yaba o a shwa. Ha banna ba Baiseraele ba bona hore Abimeleke o shwele, ba tsamaya, monna ka mong a ikela lapeng ha hae. Ka mokgwa o jwalo Morena a phetetsa bokgopo ba Abimeleke, boo a ileng a bo etsetsa ntatae, ka ho bolaya bana babo ba mashome a supileng. Modimo a otla banna ba Shekeme ka baka la bokgopo bohle ba bona. Thohako ya Jotame, mora wa Jerubaale, ya ba wela hodimo. Kamora lefu la Abimeleke, ha hlaha Tola, mora wa Pua, setloholo sa Dodo, monna wa leloko la Isakare, a namolela Baiseraele. Tola o ne a ahile Shamire, naheng e maralla ya Efraime. Ya eba moahlodi wa Baiseraele ka dilemo tse mashome a mabedi a metso e meraro. Yaba o a shwa, mme a epelwa Shamire. Kamora Tola ha hlaha Jaire wa Mogileade. Ya eba moahlodi wa Baiseraele ka dilemo tse mashome a mabedi a metso e mmedi. O ne a ena le bara ba mashome a mararo, ba neng ba palama dipetsana tsa ditonki tse mashome a mararo. Ba ne ba ena le metse e mashome a mararo naheng ya Gileade, eo le kajeno-ya-bokajeno e ntseng e bitswa Metse ya Jaire. Jaire a shwa, mme a epelwa Kamone. Bana ba Iseraele ba boela ba sitelwa Morena. Ba sebeletsa bo-Baale, le bo-Asetarote, le medimo ya Arame, le medimo ya Sidone, le medimo ya Moabe, le medimo ya bana ba Amone, le medimo ya Bafilesita; ba furalla Morena, ba se ke ba hlola ba mo sebeletsa. Kgalefo ya Morena ya tlokomela Baiseraele, a neelana ka bona matsohong a Bafilesita, le matsohong a Baamone. Ka sona selemo seo, bao ba ba hatella, mme ba robokela bana ba Iseraele. Ka dilemo tse leshome le metso e robedi, ba hatella bana bohle ba Iseraele ba neng ba phela kamose wane ho Jorodane, naheng ya Baamore, e Gileade. Baamone ba tshela Jorodane ho ya lwantsha le Juda, le Benjamine, le ba ntlo ya Efraime, mme Baiseraele ba tsieleha haholo. Jwale bana ba Iseraele ba ipiletsa ho Morena, ba re: “Re o sitetswe, hobane re furaletse Modimo wa rona, re sebeleditse bo-Baale.” Morena a re ho bana ba Iseraele: “Na ha ke a ka ka le namolela ho Baegepeta, le ho Baamore, le ho Baamone, le ho Bafilesita? Basidone, le Baamaleke, le Bamaone, le bona ba ile ba le hatella, yaba le ipiletsa ho nna, mme ka le namolela matsohong a bona. Empa le mphuraletse, la sebeletsa medimo esele; ka baka leo, ha ke sa tla hlola ke le namolela. Tsamayang le yo llela ho medimo eo, eo le e kgethileng; a e ke e le lopolle nakong ena ya tsietsi ya lona.” Empa bana ba Iseraele ba re ho Morena: “Re sitilwe. Wena o re etse eng kapa eng eo o bonang e lokela, ha feela o ka mpa wa re namolela ka letsatsi lena, re a o rapela.” Yaba ba lahla medimo e meng, ba sebeletsa Morena. Morena a hauhela Baiseraele ka baka la bosoto ba bona. Bana ba Amone ba phutheha, ba hloma Gileade. Bana ba Iseraele le bona bo kopana, ba hloma Misepa. Setjhaba, se ena le mahosana a Gileade, sa buisana, sa re: “Ke monna ofe ya tla qala ho lwantsha Baamone? Monna eo e tla ba yena moetapele wa baahi bohle ba Gileade.” Jafeta wa Mogileade e ne e le mohlabani ya matla. E ne e le mora wa seotswa, ya tswetsweng ke Gileade. Mosadi wa Gileade a mo tswalla bara. Yare ha bara ba mosadi eo wa hae ba se ba hodile ba leleka Jafeta, ba re ho yena: “O ke ke wa ja lefa la ntata rona, hobane o mora wa mosadi osele.” Jafeta a baleha, a tloha ho bana babo, a ya aha naheng ya Tobe. Ha a le moo a bokanya banna ba dinokwane, mme ba tsamaya le yena. Kamora nakwana Baamone ba futuhela Baiseraele. E ile yare ha hona ho etsahala, baholo ba Gileade ba ya lata Jafeta naheng ya Tobe. Ba re ho yena: “Tloo, o tlo ba molaodi wa rona, e le hore re tle re lwantshe Baamone.” Jafeta a re ho baholo ba Gileade: “Ha ke re le ne le ntlhoile, mme la nteleka tlung ya ntate? Jwale le tlelang ho nna ha le le tsietsing?” Baholo ba Gileade ba re ho Jafeta: “Ke ka baka leo re tlileng ho wena jwale, hore o ye le rona, o yo lwantsha Baamone, mme o tla ba moetapele wa baahi bohle ba Gileade.” Jafeta a re ho baholo ba Gileade: “Haeba le nkgutlisetsa haeso hore ke yo lwantsha Baamone, mme eba Morena o neelana ka bona ho nna, na ke tla ba moetapele wa lona?” Baholo ba Gileade ba arabela Jafeta, ba re: “Morena ke paki ya rona; re tla etsa jwalokaha o bolela.” Yaba Jafeta o tsamaya le baholo ba Gileade, mme setjhaba sa mo etsa moetapele wa sona le molaodi wa sona. Jafeta a pheta dipolelo tsa hae tsohle a le Misepa, moo Morena a ntseng a bona. Jafeta a romela maqosa ho kgosi ya Baamone, a re ho yona: “O ntsekisang ha e le moo o tlile ho tla ntwantsha naheng ya ka?” Yaba kgosi ya Baamone e re ho maqosa a Jafeta: “Ke hobane Baiseraele, ha ba ne ba etswa Egepeta, ba ne ba hape naha ya ka ho tloha Arenone, ho ya fihla Jaboko, le ho ya fihla Jorodane; ka baka leo, nkgutlisetse naha eo ka kgotso.” Jafeta a boela a roma maqosa ao ho kgosi ya Baamone, a re ho yona: “Jafeta o bua tjena: Baiseraele ha ba a ka ba hapa naha ya Moabe, kapa naha ya Baamone. Ha Baiseraele ba nyoloha Egepeta ba ile ba tsamaya hara lehwatata ho ya fihla Lewatleng la Lehlaka, ba tla fihla Kadeshe. Yaba Baiseraele ba romela maqosa ho kgosi ya Edomo, ba re ho yona: Re kopa hore o re dumelle re fete hara naha ya hao, empa kgosi ya Edomo ya se ke ya ba mamela. Ka mokgwa o jwalo ba romela maqosa le ho kgosi ya Moabe, le yona ya hana, mme Baiseraele ba hlola Kadeshe. “Jwale ba tsamaya hara lehwatata, ba kekoloha naha ya Edomo, le naha ya Moabe, ba ya fihla ka botjhabela ho naha ya Moabe, ba hloma kamose wane ho Arenone. Empa ha ba a ka ba kena moeding wa Moabe, hobane Arenone e ne e le yona moedi wa Moabe. “Jwale Baiseraele ba romela maqosa ho Sihone, kgosi ya Baamore, e leng kgosi ya Heshebone, ba re ho yena: Re kopa hore o re dumelle re fete hara naha ya hao, ho ya naheng ya rona. Empa Sihone a se ke a dumella Baiseraele ho feta hara naha ya hae. A bokella setjhaba sa hae sohle, a hloma Jahase, mme a lwantsha Baiseraele. “Empa Morena Modimo wa Iseraele, a neelana ka Sihone le setjhaba sohle sa hae matsohong a Baiseraele. Baiseraele ba ba hlola, ba hapa naha yohle ya Baamore, e leng baahi ba naha eo. Ba hapa naha yohle ya Baamore, ho tloha Arenone ka borwa, ho ya fihla Jaboko ka leboya le ho tloha lehwatateng ka botjhabela, ho ya fihla Jorodane ka bophirimela. “Kahoo Morena Modimo wa Iseraele, a leleka Baamore kapele ho setjhaba sa hae sa Baiseraele. Ruri seo modimo wa lona Kemoshe a le neileng sona ke sa lona; le rona re hapa naha ya e mong le e mong eo Morena Modimo wa rona, a mo lelekileng kapele ho rona. Jwale o bona eka o feta Balake, mora wa Sipore, kgosi ya Moabe, ka eng? Na o kile a tsekisana le Baiseraele, kapa na o kile a ba lwantsha? Ke dilemo tse makgolo a mararo Baiseraele ba ahile Heshebone le metsaneng ya yona, le Arowere le metsaneng ya yona, le metseng yohle e lebopong la Arenone. Ke hobaneng le sa kang la re amoha yona ka nako ee kaofela? Ka baka leo, ha ke a o sitelwa ka letho, mme o etsa hampe ka ho ntwantsha. Eka ka letsatsi lena Morena a ka ahlola pakeng tsa bana ba Iseraele le Baamone.” Empa kgosi ya Baamone ya se ke ya natsa molaetsa oo Jafeta a o rometseng ho yona. Jwale Moya wa Morena wa aparela Jafeta. A feta hara naha ya Gileade le Manase, a fihla Misepa e Gileade. Ho tloha Misepa e Gileade a fetela ho Baamone. Jafeta a etsetsa Morena kano, a re: “Haeba ruri o ka neelana ka Baamone matsohong a ka, etlare ha ke kgutla ke hlotse Baamone, mang kapa mang ya tla tswa tlung ya ka ho nkgahlanyetsa, e tla ba wa Morena, mme ke tla etsa nyehelo ya setjheso ka yena.” Yaba Jafeta o tshelela ho Baamone ho ba lwantsha, mme Morena a neelana ka bona matsohong a hae. Jafeta a ba etsa mofela ho tloha Arowere, ho ya fihla Minite. A timetsa metse e mashome a mabedi, ho ya fihla Abele-Keramime, a ba rinya haholo. Ka mokgwa o jwalo bana ba Amone ba hlolwa ke bana ba Iseraele. Ha Jafeta a kgutlela ha hae, moradi wa hae a tswa ho ya mo kgahlanyetsa, a letsa meropa, a etsa motjeko. E ne e le yena feela ngwana wa hae; ntle ho yena o ne a se na mora kapa moradi e mong. Ha Jafeta a mmona, a hahola diaparo tsa hae, a re: “Jo, moradi wa ka wee! O nkutlwisetsang bohloko hakaale! Na ke wena ya ka ntlisetsang bomadimabe? Ke etseditse Morena kano, mme nke ke ka e kwenehela!” Moradi wa hae a re ho yena: “Ntate, o etseditse Morena kano; etsa seo o ileng wa re o tla se etsa ka nna, hobane Morena o o pheteleditse ho dira tsa hao, e leng Baamone.” A boela a re ho ntatae: “Nketsetse ntho ena e le nngwe feela: Ntumelle ke be mong feela ka dikgwedi tse pedi, ke tsamaye le thaka tsa ka ke yo lelera hara dithaba, ke llele hore ke tla shwa ke le morwetsana.” Yaba ntatae o re: “Tsamaya!” A mo dumella ho ba siyo ka kgwedi tse pedi. A tsamaya le thaka tsa hae, a ya dithabeng, a ya llela hore o tla shwa e ntse e le morwetsana. Kamora dikgwedi tse pedi a kgutlela ho ntatae, mme ka yena ntatae a phetha kano eo a e etseditseng Morena, moradi wa hae a shwa e ntse e le morwetsana. Hona ya eba moetlo wa Baiseraele, wa hore ka selemo se seng le se seng barwetsana ba Baiseraele ba yo llela moradi wa Jafeta wa Mogileade ka matsatsi a mane. Banna ba Efraime ba kopana hammoho, ba tshelela Safone, ba re ho Jafeta: “Ke hobaneng o ileng wa futuhela Baamone, mme wa se ke wa re mema ho ya le wena? Re tla o tjheseletsa ka tlung ya hao.” Jafeta a re ho bona: “Nna le setjhaba sa ka, re ile ra ba le qabang e kgolo le Baamone. Ke ile ka le mema, empa ha le a ka la nnamolela matsohong a bona. E ile yare ha ke bona hore ha le mphallele, yaba ke a itela, ke tshelela ho Baamone, mme Morena a neelana ka bona matsohong a ka. Jwale ke hobaneng ha le mphutuhela kajeno?” Jafeta a kgobokanya banna bohle ba Gileade, a lwantsha ba morabe wa Efraime. Banna ba Gileade ba hlola ba morabe wa Efraime, hobane bano ba ne ba re: “Lona, Bagileade, le babalehi ba tswang morabeng wa Efraime, le morabeng wa Manase.” Bagileade ba hapa madiboho a Jorodane ho thibela ba morabe wa Efraime, mme e ne e ye ere ha e mong wa ba morabe wa Efraime, ba phonyohileng, a re: “Ntumelleng ke tshele,” ebe banna ba Gileade ba re ho yena: “Na o wa morabe wa Efraime?” Ha a re: “Tjhe,” ebe ba re ho yena: “Ere Shibolethe;” ebe o re “Sibolethe,” hobane a ne a sitwa ho le bitsa hantle. Jwale ebe ba a mo tshwara, mme ba mmolaele ledibohong la Jorodane. Ka yona nako eo ha bolawa ba morabe wa Efraime ba dikete tse mashome a mane a metso e mmedi. Jafeta ya eba moahlodi wa Baiseraele ka dilemo tse tsheletseng. Yaba Jafeta wa Mogileade o a shwa, mme a epelwa ho o mong wa metse ya Gileade. Kamora Jafeta, Ibesane wa Betlelehema ya eba moahlodi wa Baiseraele. Ibesane o ne a ena le bara ba mashome a mararo le baradi ba mashome a mararo. Baradi ba hae ba mashome a mararo ba nyalwa ke ba morabe osele, le yena a nyadisa bara ba hae barwetsana ba mashome a mararo ba morabe osele. Ya eba moahlodi wa Baiseraele ka dilemo tse supileng. Ibesane a shwa, mme a epelwa Betlelehema. Kamora Ibesane moahlodi ya eba Elone, wa morabe wa Sebulone; a ahlolela Baiseraele ka dilemo tse leshome. Yaba Elone wa morabe wa Sebulone o a shwa, mme a epelwa Aiyalone e naheng ya Sebulone. Kamora Elone, Abadone, mora wa Hilele, wa Mopiratone, ya eba yena moahlodi wa Baiseraele. O ne a ena le bara ba mashome a mane, le ditloholo tse mashome a mararo, mme ba ne ba palama dipetsana tsa ditonki tse mashome a supileng. Abadone ya eba moahlodi wa Baiseraele ka dilemo tse robedi. Yaba Abadone, mora wa Hilele wa Mopiratone, o a shwa. A epelwa Piratone e naheng e maralla ya Efraime, naheng ya Baamaleke. Bana ba Iseraele ba boela ba sitelwa Morena. Morena a neelana ka bona matsohong a Bafilesita ka dilemo tse mashome a mane. Ho ne ho ena le monna ya bitswang Manowa, ya neng a ahile Sora. E ne e le wa morabe wa Dane. Mosadi wa hae e ne e le nyopa. Lengeloi la Morena la itlhahisa ho mosadi eo, la re ho yena: “Bona, o nyopa, empa o tla emola, o belehe ngwana wa moshanyana. Ka baka leo, hlokomela hle, o se ke wa ba wa nwa veine, kapa seno se tahang; o se ke wa ja ntho efe kapa efe e silafetseng. Bona, o tla emola, mme o belehe mora. O se ke wa ba wa beola moriri wa hae, hobane ho tloha popelong ngwana enwa e tla ba mokgethwa wa Modimo, mme o tla qala ho namolela Baiseraele matsohong a Bafilesita.” Yaba mosadi enwa o ya ho monna wa hae, o fihla a re: “Moromuwa wa Modimo o ile a fihla ho nna, mme tshobotsi ya hae e ne e tshwana le ya lengeloi la Modimo, e tshosa. Ha ke a ka ka mmotsa hore na o tswa kae, le yena ha a a ka a mpolella lebitso la hae. O ile a re ho nna: Bona, o tla emola, mme o belehe mora. O se ke wa nwa veine, kapa seno se tahang, mme o se ke wa ja ntho efe kapa efe e silafetseng, hobane ho tloha popelong, ho fihlela a eshwa, ngwana eo e tla ba mokgethwa wa Modimo. ” Jwale Manowa a rapela Morena, a re: “Oho, Morena, moromuwa wa Modimo, eo o ileng wa mo roma, a ke a tle ho rona hape, ke a o kopa, a tlo re ruta seo re tla se etsa ho ngwana ya tla tswalwa.” Modimo a mamela kopo ya Manowa, mme lengeloi la Morena la boela la fihla ho mosadi a ntse a dutse hara tshimo, empa Manowa, monna wa hae, o ne a le siyo moo ho mosadi. Mosadi a matha ka potlako, a ya bolella monna wa hae, a re ho yena: “Hela, monna yane ya ileng a fihla ho nna ka tsatsi lane, o boetse o itlhahisitse ho nna hape.” Manowa a ema, a latela mosadi wa hae; a fihla ho monna eo, mme a re ho yena: “Na ke wena monna ya ileng a bua le mosadi eo?” Yaba monna eo o re: “Ke nna.” Manowa a re: “Ha mantswe a hao a se a phethahetse, moshanyana eo o tla hodiswa jwang? O tla etsa eng?” Lengeloi la Morena la re ho Manowa: “Ho hlokomelwe tsohle tseo ke di boleletseng mosadi. Mosadi a se ke a ja letho la tsohle tse tswang morareng, a se ke a nwa veine, leha e le seno se tahang, mme a se ke a ja ntho efe kapa efe e silafetseng. A ke a boloke tsohle tseo ke mo laetseng tsona.” Manowa a re ho lengeloi la Morena: “A re ke re o tshwarelle ho se hokae, re ke re o hlabele potsanyane.” Lengeloi la Morena la re ho Manowa: “Le hoja le ntshwarella, nke ke ka ja dijo tsa lona, empa haeba le etsa nyehelo ya setjheso, le e nyehelle Morena.” Manowa o ne a sa tsebe hore eo ke lengeloi la Morena. Manowa a boela a re ho lengeloi la Morena: “Lebitso la hao o mang, e le hore ha dipolelo tsa hao di phethahala re tle re o tlotle?” Yaba lengeloi la Morena le re ho yena: “Ke hobaneng ha o mpotsa lebitso la ka, empa lebitso la ka e le sephiri?” Yaba Manowa o nka potsanyane, le nyehelo ya dijo, mme o nyehella Morena ka tsona hodima lefika. Ha bo-Manowa le mosadi wa hae ba shebeletse, Morena a etsa ntho e hlollang, lelakabe la tlola hodima aletare, la nyolohela lehodimong, lengeloi la Morena la nyoloha le le kahara lelakabe leo le tswang aletareng. Bo-Manowa le mosadi wa hae ba bona hona, mme ba itihela fatshe ka difahleho. Empa lengeloi la Morena la se ke la hlola le itlhahisa ho Manowa le mosadi wa hae. Jwale Manowa a tseba hore efela e ne e le lengeloi la Morena. Manowa a re ho mosadi wa hae: “Ruri re tla shwa, hobane re bone Modimo.” Empa mosadi wa hae a re ho yena: “Haeba Morena a ne a rata ho re bolaya, a ka be a sa ka a ananela nyehelo ya setjheso, le nyehelo ya dijo e tswang matsohong a rona. Hape a ka be a sa ka a re bontsha dintho tsena tsohle, mme a ka be a sa ka a re bolella dintho tse kang tsena, ka nako ena.” Mosadi a beleha ngwana wa moshanyana, a mo rea lebitso la Samosone. Ngwana a nna a hola, mme Morena a mo hlohonolofatsa. Moya wa Morena wa qala ho mo susumetsa ha a le Mahaneha-Dane e pakeng tsa Sora le Eshetaole. Samosone a theohela Timina, mme ha a le hona teng a kgahlwa ke morwetsana e mong wa barwetsana ba Bafilesita. A nyolohela ha habo, mme a bolella batswadi ba hae, a re: “Ke kgahlilwe ke morwetsana e mong wa barwetsana ba Bafilesita, mane Timina. Ka baka leo, nqelleng yena hore e be mosadi wa ka.” Batswadi ba hae ba re ho yena: “Na ha ho na morwetsana hara barwetsana ba bang ka wena, kapa hara setjhaba sohle sa heso, hoo o ka ratang ho nyala mosadi hara Bafilesita baa ba maqai?” Samosone a re ho ntatae: “Nqelle yena, hobane ke mo rata haholo.” Empa batswadi ba hae ba ne ba sa tsebe hore hona ho tswa ho Modimo, hobane a ne a batla monyetla wa ho lwantsha Bafilesita. Ka yona nako eo Bafilesita ba ne ba busa Baiseraele. Jwale Samosone a theohela Timina a ena le batswadi ba hae. Ha ba fihla masimong a morara a Timina, tawana ya purumela Samosone. Moya wa Morena wa theohela hodima hae ka matla, mme a tamolla tawana eo jwalokaha motho a ka tamolla potsanyane. O ne a sa nka letho matsohong a hae. Empa ha a ka a bolella batswadi ba hae seo a se entseng. A theohela Timina, a buisana le morwetsana eo, mme morwetsana eo a kgahla Samosone haholo. Kamora matsatsi a se makae, a kgutlela hape ho ya mo nyala. A kgelohela kathoko ho ya bona sefifi sa tawana, mme a fumana dinotshi di hahetse ka sefifing seo, di behetse mahe. A ntshetsa dinotshi tseo ka matsoho, a tswela pele, a tsamaya a ntse a eja. Yaba o kgutlela ho batswadi ba hae, a fihla a ba fa mahe a dinotshi, mme ba eja. Empa a se ke a ba bolella hore o ntsheditse mahe ana a dinotshi ka sefifing sa tawana. Ntatae a theohela habo morwetsana, mme Samosone a etsa mokete teng, hobane hona e ne e le tlwaelo ya bahlankana. Ha Bafilesita ba mmona, ba romela bahlankana ba mashome a mararo ho ya hlola le yena. Samosone a re ho bona: “Ke a le lotha. Ha le ka la ntlhalosetsa selotho sena matsatsi a supileng a mokete a eso fete, mme la se nepa, ke tla le nea dihempe tse mashome a mararo tse entsweng ka lesela la lene, le diaparo tse mashome a mararo tsa mokgabo. Empa haeba le hlolwa ho ntlhalosetsa sona, ke lona ba tla nnea dihempe tse mashome a mararo, tse entsweng ka lesela la lene, le diaparo tse mashome a mararo tsa mokgabo.” Yaba ba re ho yena: “Re lothe, re ke re utlwe!” A ba lotha, a re: “Dijewang di tswile ka ho maja, dimonate di tswile ka ho ya matla.” Ba hlolwa ho hlalosa selotho ka matsatsi a mararo. Ka letsatsi la bosupa ba re ho mosadi wa Samosone: “Qeka monna wa hao hore a re hlalosetse selotho sena, esere ra o tjheseletsa ka tlung ya ntatao. Na le re memetse ho tla re futsanehisa? Ha ho jwalo?” Mosadi wa Samosone a itshela ka dikgapha, a re ho yena: “Ruri o ntlhoile, ha o nthate. O lothile baheso, empa ha o eso ntlhalosetse selotho seo.” Yaba Samosone o re ho yena: “Bona mona, esita le batswadi ba ka ha ke a ka ka ba bolella. Jwale wena o re ke o bolelle?” A mo llela ka matsatsi a supileng a mokete, mme ka letsatsi la bosupa a mmolella tlhaloso ya sona, hobane mosadi o ne a sa mo fe tshweya. Mosadi eo a ya bolella ba habo. Ka letsatsi la bosupa, pele letsatsi le dikela, banna ba motse ba re ho yena: “Ho monate ho fetisa dinotshi ke hofe? Ho matla ho feta tau ke hofe?” Samosone a re ho bona: “Hoja le se leme ka pholo ya ka, le ka be le sa hlalosa selotho sa ka!” Moya wa Morena wa theohela hodima hae ka matla, yaba o theohela Ashekelone, teng a bolaya banna ba mashome a mararo. A nka diaparo tsa bona, a nea banna ba ileng ba mmolella tlhaloso ya selotho sa hae diaparo tsa mokgabo. Kgalefo ya hae ya tlokoma, a nyolohela lapeng habo. Yaba mosadi wa Samosone o newa molekane wa Samosone, eo e neng e le moetsana wa hae. Kamora matsatsi a se makae, nakong eo ho helwang koro ka yona, Samosone a boela a etela mosadi wa hae, a mo nketse potsanyane, mme a re: “Ke sa kena ka ho mosadi wa ka ka kamoreng ya hae.” Empa ntata mosadi a mo hanela ho kena. Eo ntata mosadi a re ho yena: “Ke ile ka hopola hore ruri o mo hloile; ka baka leo, ke ile ka mo nea molekane wa hao. Na moena eo wa mosadi wa hao ha a mo fete ka botle? Mpe o nke yena bakeng sa enwa, ke a o kopa.” Samosone a re ho bona: “Jwale tjena ha ke na ho ba molato ho Bafilesita ha ke ba etsa hampe.” Samosone a tsamaya, a tshwara diphokojwe tse makgolo a mararo, a nka dirumola. A tlamahanya mehatla ya diphokojwe ka pedi, a nto tlamella serumola mehatleng e meng le e meng e mmedi, e tlamahantsweng. Ha a se a hoteditse dirumola tsena, a lelekela diphokojwe tsena hara masimo a koro ya Bafilesita e eso helwe. Yaba o tjhesa koro e seng e tlamilwe mangata, le koro e esong ho helwe, esita le dirapa tsa mohlwaare. Yaba Bafilesita ba re: “Ke mang ya entseng hoo?” Batho ba re: “Ke Samosone, mokgwenyana wa monna ya ahileng Timina, hobane monna eo o nkile mosadi wa Samosone a mo nea molekane wa Samosone.” Bafilesita ba nyoloha, ba tjhesa mosadi eo le ntatae. Samosone a re ho bona: “Le etsa tjee! Ruri nke ke ka le tlohela ho fihlela ke ipheteditse!” A ba tsoboka, a ba etsa mofela. A theoha moo, a ya phela lehaheng le lefikeng la Etame. Jwale Bafilesita ba nyoloha, ba hloma naheng ya Juda, ba futuhela motse wa Lehi. Banna ba Juda ba re ho bona: “Ke hobaneng ha le tlile kwano ho re futuhela?” Bafilesita ba re: “Re tlile kwano ho tla tshwara Samosone, re mo etse seo a re entseng sona.” Yaba banna ba Juda ba dikete tse tharo ba theohela lehaheng le lefikeng la Etame, ba fihla ba re ho Samosone: “Na ha o tsebe hore re buswa ke Bafilesita? Jwale ntho ee, eo o re etseditseng yona, ke eng?” Samosone a re ho bona: “Ke ba entse seo ba nkentseng sona.” Ba re ho yena: “Re theohetse kwano ho tla o tlama, re neelana ka wena matsohong a Bafilesita.” Samosone a re ho bona: “Ntlhapanyetseng hore lona le ke ke la mpolaya.” Ba bua ho yena, ba re: “Tjhe! Feela re tla o tlama ka thata, re neelane ke wena matsohong a bona, empa ruri re ke ke ra o bolaya.” Ba mo tlama ka mehala e mmedi, e metjha, mme ba nyoloha le yena ho tloha lehaheng. Ha Samosone a fihla Lehi, Bafilesita ba tla ba howeletsa, ha ba kopana le yena. Moya wa Morena wa theohela ka matla hodima Samosone. Mehala e mo tlamileng matsohong ya ka dikgwele tsa lene tse tjhesitsweng ka mollo, mme tsa tlamoloha matsohong a hae. A bona mohlaare wa tonki e sa tswa shwa, a nanabetsa letsoho, a o nka, mme ka wona a bolaya banna ba sekete. Yaba Samosone o re: “Ka mohlaare wa tonki ke ba entse diqubuqubu, ka mohlaare wa tonki ke bolaile banna ba le sekete.” Ha a qetile ho bua a lahla mohlaare oo, sebaka seo a se rea lebitso la Leralla la Mohlaare. Samosone o ne a nyorilwe haholo, mme a ipiletsa ho Morena, a re: “Ka letsoho la mohlanka wa hao o fane ka tlholo ena e kgolohadi! Ebe jwale ke tla shwa ke lenyora? Kapa ke tla wela matsohong a maqai?” Yaba Modimo o phunya mokoti hona moo Lehi, mme metsi a kolla ho wona. Samosone a nwa, moya wa kgutlela ho yena, mme a kgatholoha. Ka baka leo, a rea sebaka seo lebitso la Sediba sa Moipiletsi, se ntseng se le hona moo Lehi ho fihlela kajeno-ya-bokajeno. Mehleng eo ya Bafilesita, Samosone ya eba moahlodi wa Baiseraele ka dilemo tse mashome a mabedi. Samosone a ya Gasa. Ha a le hona teng a bona mosadi wa seotswa, mme a kena dikobong tsa hae. Ha tsebiswa baahi ba Gasa, ha thwe: “Samosone o tlile kwano.” Ba etsetsa ntlo eo a leng ka ho yona sakanalankope, mme ba mo lalla bosiu bohle kgorong ya motse. Ba kgutsa bosiu bohle, ba re: “Re tla mo emela ho fihlela bosiu bo esa, ebe re a mmolaya.” Samosone a robala moo ho fihlela hara mpa ya bosiu. A tsoha hara mpa ya bosiu, a nka mamati a kgoro ya motse le dikosene tsa wona tse pedi; a a pshemola mmoho le leballo la wona, a a jara lehetleng, a a isa hodima leralla le tobaneng le Heborone. Kamorao ho mona Samosone a ratana le mosadi e mong ya phelang ka kgohlong ya Soreke. Lebitso la hae e ne e le Delila. Mahosana a Bafilesita a fihla ho mosadi eo, mme a re ho yena: “Mo qeke, mme o fumane hore na matla ana a hae a maholo a tswa kae; le hore na re ka mo hlola jwang, hore re tle re tsebe ho mo tlama, re mo fokodise. E mong le e mong wa rona o tla o nea tjhelete ya silefera e ka etsang boima ba dikilo tse leshome le metso e meraro.” Delila a re ho Samosone: “Ke a o kopa: Ako mpolelle hore na matla ana a hao a maholo hakana a tswa kae, le hore na o ka tlangwa ka eng ho o fokodisa!” Samosone a re ho yena: “Haeba ba ka ntlama ka dikgwele tsa seqha tse supileng, tse ntjha, tsa lesika le eso ka le omiswa, ke tla fokola, ke tshwane le monna e mong le e mong.” Mahosana a Bafilesita a tlisetsa Delila dikgwele tse supileng tsa seqha, tse ntjha, tse sa omiswang, yaba o mo tlama ka tsona. Delila o ne a ena le banna ba laletseng ka kamoreng e kahare. A re ho Samosone: “Samosone, Bafilesita ke bao!” Yaba Samosone o kgaola dikgwele tsa seqha jwalokaha kgwele ya motsitla e kgaoha ha e angwa ke mollo. Yaba sephiri sa matla a hae se ntse se sa tsejwe. Delila a re ho Samosone: “Bona mona, o mphoqile, mme o mpoleletse leshano. Jwale ako mpolelle hle: Ke eng eo o ka tlangwang ka yona?” Samosone a re ho Delila: “Ha fela ba ka ntlama ka mehala e metjha, e eso ka e sebediswa, ke tla fokola, ke be jwaloka monna e mong le e mong.” Delila a nka mehala e metjha, a mo tlama ka yona, yaba o re ho yena: “Samosone, Bafilesita ke bao!” Banna ba laletseng ba ne ba le ka kamoreng e nngwe. Samosone a kgaola mehala e matsohong a hae jwalokaha eka ke kgwele feela. Delila a re ho Samosone: “Le ho fihlela jwale o sa mphoqile, mme o sa mpoleletse leshano. Ako mpolelle hore na ke eng eo o ka tlangwang ka yona!” Samosone a re ho yena: “Ha o ka loha dithapo tse supileng tsa moriri wa ka, wa di thata ka kgwele e lohang, yaba o di kgokgothela fatshe ka thakgisa, ke tla fokola, ke be jwaloka monna e mong le e mong.” Delila a mo koietsa, a kgaleha. Yaba o thata dithapo tsa moriri wa hae ka kgwele, o di kgokgothela fatshe ka thakgisa, o re ho Samosone: “Samosone, Bafilesita ke bao!” Samosone a phaphama, mme a pshemola thakgisa, a lokolla le kgwele. Yaba Delila o re ho yena: “O ka re o nthata jwang, empa pelo ya hao e se ho nna? O mphoqile ka makgetlo ana a mararo, mme ha o eso ka o mpolella hore na matla ana a hao a maholo a tswa kae.” Ka tsatsi le leng le le leng a nna a pheella ho mmotsa, mme a mo qophella. Samosone a fela pelo hoo e neng eka o tla shwa. Qetellong a mmolella nnete, a re ho yena: “Hlooho ya ka ha e eso ka e beolwa, hobane haesale ke le mokgethwa wa Modimo ho tloha popelong ya mme. Haeba nka beolwa, matla ana a ka a tla fela, ke fokole, ke be jwaloka monna e mong le e mong.” Ha Delila a bona hore o mmoleletse nnete yohle, a romela maqosa ho bitsa mahosana a Bafilesita, a re: “Kajeno tloong, hobane o mpoleletse nnete.” Jwale mahosana a Bafilesita a tla ho yena, a nkile tjhelete. Delila a sika Samosone, a mo robatsa. Yaba o bitsa monna e mong, mme eo a beola dithapo tse supileng tsa moriri o hloohong ya Samosone. Jwale Delila a qala ho hlokofatsa Samosone, hobane o ne a feletswe ke matla. Delila a howa, a re: “Samosone, Bafilesita ke bao!” Samosone a phaphama borokong, a re: “Ke tla phonyoha jwaloka kamehla, mme ke tla itokolla.” Empa o ne a sa tsebe hore Morena o mo furaletse. Bafilesita ba mo tshwara, ba mo honya mahlo, ba mo theolela Gasa. Ba mo tlama ka mahlaahlela a lethose, mme mosebetsi wa hae tjhankaneng, ya eba wa ho sila ka lelwala. Kamora hoba hlooho ya hae e beolwe, moriri wa hae wa qala ho mela hape. Mahosana a Bafilesita a kopana, ho etsetsa Dagone, modimo wa wona, nyehelo e kgolo ya sehlabelo, le ho ithabisa, hobane a ne a re: “Modimo wa rona o neelane ka Samosone, sera sa rona, matsohong a rona.” Ha setjhaba se bona Samosone sa boka modimo wa sona, sa re: “Modimo wa rona o neelane ka sera sa rona matsohong a rona, e leng mosenyi wa naha ya rona, ya ileng a bolaya batho ba rona ba bangata.” Yare ha ba se ba nyakaletse ba re: “Tlisang Samosone, a tlo re bapalla.” Ba tlisa Samosone a etswa tjhankaneng, mme a bapalla moo ba ntseng ba mo shebile. Ba mmea pakeng tsa ditshiya tse pedi. Samosone a re ho moshanyana ya neng a mo tataisa: “Ako ntumelle ke tshware ditshiya tse pedi tse tsheheditseng ntlo, ke tle ke itshetlehe ka tsona.” Ntlo ena e ne e tletse banna le basadi; ho ena le mahosana wohle a Bafilesita. Hodima marulelo a ntlo ena ho ne ho dutse banna le basadi ba dikete tse tharo, ba neng ba lebeletse Samosone ha a bapala. Samosone a ipiletsa ho Morena, a re: “Oho, Morena, ke a o rapela: Ako nkgopole, mme o ke o mmatlafatse ka lekgetlo lena le le leng feela, Modimo, e le hore ke tle ke pheteletse mahlo a ka a mabedi ka Bafilesita.” Samosone a itshwarella ka matla ditshiyeng tse pedi tse bohareng ba ntlo, tse tsheheditseng ntlo. A itshetleha ka tsona, letsoho la hae le letona le tshwere e nngwe, le le letshehadi le tshwere e nngwe. Yaba Samosone o re: “A nke ke shwe, mmoho le Bafilesita!” A hofola ka matla a hae wohle, mme ntlo ya wela hodima mahosana, le hodima setjhaba sohle se neng se le kahara yona. Bao a ileng a ba bolaya ha a eshwa ba ne ba feta bao a ileng a ba bolaya ha a sa ntsane a phela. Bana babo le bohle ba ntlo yabo, ba theoha, ba fihla ba mo nka, ba mo nyolla, ba mo epela pakeng tsa Sora le Eshetaole, moo ntatae Manowa a ileng a epelwa teng. Samosone e ne e ile ya eba moahlodi wa Baiseraele ka dilemo tse mashome a mabedi. Ho ne ho ena le monna ya neng a phela naheng e maralla ya Efraime, lebitso la hae e le Mmika. A re ho mmae: “Ha o ne o utsweditswe tjhelete ya silefera e ka etsang boima ba dikilo tse leshome le metso e meraro o ne o nee ya utswitseng tjhelete eo thohako, moo ke ntseng ke utlwa. Bona he, silefera eo ke ena ho nna; ke nna ya neng a e nke.” Mmae a re: “Morena a ke a o hlohonolofatse, ngwanaka.” Mmika a kgutlisetsa ho mmae tjhelete ya silefera e ka etsang boima ba dikilo tse leshome le metso e meraro. Mmae a re: “Silefera ena e tswang letsohong la ka ke e abela Morena, ka baka la mora wa ka, hore ho etswe setshwantsho se betlilweng, le setshwantsho se bopilweng. Ka baka leo, ke e kgutlisetsa ho wena.” Ha Mmika a kgutliseditse tjhelete eo ho mmae, mmae a ntsha tjhelete ya silefera e ka etsang boima ba dikilo tse pedi le halofo, a e nea lelala, mme lona la etsa setshwantsho se betlilweng, le setshwantsho se bopilweng, mme tsena tsa iswa ka tlung ya Mmika. Monna enwa, Mmika, o ne a ena le ntlo eo a e hahetseng medimo. A etsa setipe, le modingwana wa lelapa, mme a hlomamisa e mong wa bara ba hae hore e be moprista. Mehleng eo Baiseraele ba ne ba se na kgosi; motho ka mong o ne a iketsetsa seo yena a reng se nepahetse. Ho ne ho ena le mohlankana wa Molevi, wa lelapa la Juda, ya tswang Betlelehema e Juda, mme a jakile moo. Monna eo a tloha motseng oo wa Betlelehema e Juda, ho ya jaka moo a ka fumanang tjako teng. Ha a ntse a tsamaya jwalo, a fihla naheng e maralla ya Efraime, tlung ya Mmika. Mmika a re ho yena: “O tswa kae?” Monna eo a re ho yena: “Ke Molevi wa Betlelehema e Juda, mme ke ilo jaka moo nka fumanang tjako teng.” Mmika a re ho yena: “Dula mona ha ka, mme o be ntate le moprista wa ka. Ka selemo ke tla o lefa tjhelete ya silefera e ka etsang boima ba dikeramo tse lekgolo le leshome, ke o fe le diaparo, le dijo.” Yaba Molevi o a kena. Molevi a kgotsofalla ho dula ha Mmika, mme mohlankana enwa a ba jwaloka e mong wa bara ba Mmika. Mmika a hlomamisa Molevi; mohlankana enwa ya eba moprista wa hae, mme a phela tlung ya Mmika. Yaba Mmika o re: “Jwale ke a tseba hore Morena o tla nkatlehisa, hobane ke na le moprista wa Molevi.” Mehleng eo Baiseraele ba ne ba se na kgosi. Ka yona nako eo, ba morabe wa Dane ba batla lefa la naha eo ba ka ahang ho yona, hobane ho fihlela ka nako eo, e ne e le bona feela, hara merabe ya Baiseraele, ba neng ba eso ka ba abelwa lefa. Bana ba Dane ba roma banna ba bahlano ba lelapa labo bona, e le bahlabani ba tswang metseng ya Sora le Eshetaole, ho ya hlwela naha, le ho e hlahloba. Ba re ho bona: “Tsamayang le yo hlahloba naha.” Bao ba ya fihla naheng e maralla ya Efraime, tlung ya Mmika, mme ba robaletsa teng. Ha ba ntse ba le tlung eo ya Mmika, ba tseba lentswe la mohlankana wa Molevi, ba fapohela teng, ba re ho yena: “O tlisitswe ke mang moo? O etsang moo? O batlang moo?” A re ho bona: “Mmika o nkentse tjena: O nkgirile, mme ke moprista wa hae.” Ba re ho yena: “Ako kope keletso ho Modimo, re a o rapela, e le hore re tle re tsebe hore na leeto leo re leng ho lona le tla atleha na.” Moprista a re ho bona: “Tsamayang ka kgotso; leeto la lona le matsohong a Morena.” Banna bao ba bahlano ba tsamaya, ba fihla Laishe, ba fumana batho ba phelang moo ba phela ka boiketlo, jwaloka Basidone, ba kgotsofetse, ba iketlile, hobane naheng eo ho ne ho se le ya mong ya nang le matla hodima bona, ya ka ba tshwenyang ka letho. Ba ne ba le hole le Basidone, mme ba sa amane le motho ofe kapa ofe ka letho. Ha ba fihla ho bana babo bona ba Sora le Eshetaole, bana bao babo bona ba re ho bona: “Le reng?” Ba re ho bona: “Emang! A re ba futuheleng, hobane re bone naha, mme re fumane e le ntle haholo. Le sa emetseng? Le se ke la tswafa ho ya kena le hapa naha eo. Ha le eya, le tla fumana batho ba iketlileng, mme naha e le kgolo. Modimo o le neile yona matsohong, mme ke sebaka se sa haellweng ke letho la tse teng lefatsheng.” Ba morabe wa Dane ba tswa naheng ya Sora le Eshetaole, e le banna ba makgolo a tsheletseng, ba hlometseng. Ba nyoloha, mme ba hloma Kiriate-Jearime e Juda. Ke ka baka leo le ho fihlela kajeno-ya-bokajeno, sebaka seo se ntseng se bitswa Diahelo tsa Dane. Se ka bophirimela ho Kiriate-Jearime. Ho tloha moo ba fetela naheng e maralla ya Efraime, ba ya fihla tlung ya Mmika. Jwale banna ba bahlano, ba neng ba ilo hlwela naha ya Laishe, ba re ho bana babo bona: “Na le a tseba hore kahara matlo aa, ho na le setipe le modingwana wa lelapa, le setshwantsho se betlilweng, le setshwantsho se bopilweng? Ka baka leo, imamelleng hore na le tla etsa jwang.” Ba kgelohela teng, ba fihla tlung ya mohlankana wa Molevi, e leng ntlo ya Mmika. Ba mmotsa bophelo. Ha e le banna ba makgolo a tsheletseng ba morabe wa bana ba Dane, ba hlometseng, ba ema kgorong ya motse. Banna ba bahlano, ba neng ba ilo hlwela naha, ba nyoloha, ba kena ka tlung, ba nka setshwantsho se betlilweng, le setipe, le modingwana wa lelapa, le setshwantsho se bopilweng. Moprista yena a ema kgorong ya motse le banna ba makgolo a tsheletseng, ba hlometseng. Ha banna bana ba kena ka tlung ya Mmika, ba nka setshwantsho se betlilweng, le setipe, le modingwana wa lelapa, le setshwantsho se bopilweng, moprista a re ho bona: “Le etsang?” Ba re ho yena: “Kgutsa! Bea letsoho molomong, o tsamaye le rona, mme o be ntata rona le moprista wa rona. Ho molemo ho wena ke hofe: Ho ba moprista wa lelapa la motho a le mong, kapa ho ba moprista wa morabe le wa lelapa la Iseraele?” Moprista a nyakalla. A nka setipe, le modingwana wa lelapa, le setshwantsho se betlilweng, mme a kena hara setjhaba seo. Yaba ba a reteleha, ba kena tseleng. Ba eteletsa bana, le dikgomo, le thepa kapele. Ha ba se ba le hole le ntlo ya Mmika, banna ba neng ba le ka matlung a haufi le ntlo ya Mmika, ba phutheha, ba sala bana ba Dane morao, ba ba ba fihla ho bona. Ba howeletsa bana ba Dane, mme bao ba reteleha, ba re ho Mmika: “O batlang, ha o bokantse batho tjee?” Mmika a re ho bona: “Le nkile modimo wa ka, oo ke iketseditseng wona, le moprista le mo nkile, yaba le a tsamaya. Ke sa na le eng? Jwale le re na ke batlang?” Bana ba Dane ba re ho yena: “O se hlole o bua le rona, esere banna bana ba halefileng ba o lwantsha, mme wena le ba lelapa la hao la shwa.” Bana ba Dane ba tswela pele leetong la bona. Ha Mmika a bona hore ba matla ho mo feta, a kgutlela tlung ya hae. Ba nka dintho tseo Mmika a neng a di entse, ba nka le moprista wa hae, ba fihla Laishe, setjhabeng sa kgotso, se iketlileng, ba se bolaya ka sabole, ba tjhesa motse ka mollo. Ba hloka ya ka ba namolelang, hobane ba ne ba le hole le Sidone, ebile ba sa amane le motho ofe kapa ofe. E ne e le ka kgohlong e haufi le Bete-Rehobe. Bana ba Dane ba haha motse, mme ba phela moo. Motse oo ba o rea lebitso la Dane, ba o reella ntata bona Dane, eo e neng e le mora wa Iseraele. Pele ho moo motse oo o ne o bitswa Laishe. Bana ba Dane ba hloma setshwantsho se betlilweng. Jonathane, mora wa Gereshome, setloholo sa Moshe, yena le bara ba hae ya eba baprista ba morabe wa Dane, ho fihlela mohla letsatsi leo ka lona ho hapuwang naha ya bona. Ka nako yohle, eo Tente ya Modimo e neng e le Shilo ka yona, ba kgumamela setshwantsho seo Mmika a iketseditseng sona. Ka nako yona eo, ha Baiseraele ba ntse ba se na kgosi, Molevi e mong ya neng a jakile ka nqane ho naha e maralla ya Efraime, a inkela mosadi wa lefielo motseng wa Betlelehema e Juda. Mosadi eo wa hae wa lefielo a mo qaka ka ho iphetola seotswa. A mo tlohela, a kgutlela tlung ya ntatae, Betlelehema e Juda, a dula teng nako ya kgwedi tse nne. Monna wa hae a ema, a mo latela, a mo qekisa hore a kgutlele ho yena. Monna eo o ne a ile le mohlanka wa hae, le ditonki tse pedi. Mosadi a mo isa ka tlung ya ntatae, mme ntata mosadi eo a thaba ha a bona Molevi eo. Mohwe wa hae, e leng ntata ngwanana eo, a mo tshwarella, a ba a hlola le yena matsatsi a mararo. Yaba ba a ja, ba a nwa, ba robaletsa moo. Ka letsatsi la bone, ba tsoha ka madungwadungwana, ba tsohella tseleng. Ntata ngwanana a re ho mokgwenyana wa hae: “Ako je thathana ya bohobe, o nto tsamaya.” Ba dula fatshe, bobedi ba bona ba eja, ba enwa. Ntata ngwanana a re ho monna eo: “Ke a o rapela: Kgotsofalla ho hlola mona bosiu bohle, o ithabise.” Monna eo a ema, a re o a tsamaya, empa mohwe wa hae a mo qophella, a ba a robaletsa moo hape. Ka letsatsi la bohlano a tsoha ka madungwadungwana, a re o a tsamaya. Ntata ngwanana a re ho yena: “Ako je pele, ke a o rapela, o dule mona ho fihlela letsatsi le sekama.” Bobedi ba bona ba eja. Ha monna eo a ema hore a tsamaye le mosadi wa hae wa lefielo, le mohlanka wa hae, mohwe wa hae, e leng ntata ngwanana, a re ho yena: “Ako bone, ho se ho phirima. Ke a o kopa: Hlola mona bosiu bona bohle. Bona letsatsi le se le ilo dikela. Robaletsa mona, o ithabise, hosasane o tle o tsohelle tseleng, o ye ha hao.” Empa monna eo a hana ho hlola bosiu boo, a ema, a tsamaya, a ba a fihla haufi le Jebuse, e leng Jerusalema. O ne a ena le ditonki tse pedi, tse qhanehilweng, a bile a ena le mosadi wa hae wa lefielo. Ha ba fihla Jebuse letsatsi le ne le se le ile, mme mohlanka a re ho monga hae: “Tloo, ke a o rapela: Re ke re fapohele motseng ona wa Bajebuse, re robaletse teng.” Monga hae a re ho yena: “Re ke ke ra fapohela motseng wa baditjhaba, oo e seng wa bana ba Iseraele; re tla fetela Gibea.” A re ho mohlanka wa hae: “Tloo, re ye ho se seng sa dibaka tsena; re tla robaletsa Gibea kapa Rama.” Ba tswela pele leetong la bona, mme letsatsi la ba dikella ha ba le pela Gibea, eo e neng e le ya morabe wa Benjamine. Ba kgelohela teng, ho ya robaletsa Gibea. Ha a kena a itulela fatshe, lebaleng la motse oo, empa ha se ke ha eba le motho ya ba amohelang tlung ya hae hore ba robaletse. Ka phirimana ha tla monnamoholo a etswa mosebetsing wa hae masimong. Monna eo o ne a etswa naheng e maralla ya Efraime, a jakile Gibea, empa batho ba moo e ne e le ba morabe wa Benjamine. Eitse ha a phahamisa mahlo, a bona monna wa motsamai a le lebaleng la motse, mme monnamoholo a re: “O ya kae? O tswa kae?” Eo a re ho yena: “Re a feta, re tswa Betlelehema e Juda, re ya ka nqane ho naha e maralla ya Efraime, moo e leng haeso. Ke ne ke ile Betlelehema e Juda; jwale ke ya tlung ya Morena, empa ha ho motho ya nkamohelang tlung ya hae. Feela re na le setoroi le dijo tsa ditonki tsa rona. Ke bile ke na le mofao wa bohobe le veine, e leng wa ka le wa lekgabunyane la ka, le wa mohlankana ya nang le bahlanka ba hao. Ha re hloke letho.” Monnamoholo a re: “Kgotso e be le wena; tsohle tseo o di hlokang di tla tswa ho nna, feela o se ke wa robala lebaleng mona.” Yaba o mo isa ka tlung ya hae, o fepa ditonki; ba hlatswa maoto a bona, ba eja, ba enwa. Yare ha ba ntse ba ithabisa, banna ba bang ba motse oo, ba kgopo, ba etsetsa ntlo eo sakanalankope, ba tulaka lemati, ba bua le monnamoholo, monga ntlo, ba re: “Ntsha monna ya fihletseng mona ha hao, re tlo mo ja maotwana!” Monna eo, e leng monga ntlo, a tswela ho bona kantle, a re: “Wee, bana beso, ke a le rapela! Se keng la etsa bokgopo! Monna enwa ke moeti wa ka! Se keng la etsa ketso ena e hlabisang dihlong! Bonang, moradi wa ka wa morwetsana ke enwa, le mosadi wa lefielo wa monna enwa; ke tla ba ntshetsa kantle hona jwale, le ba silafatse, le etse seo le ratang ho se etsa ka bona, empa ho monna enwa le se ke la etsa ntho e hlabisang dihlong ena.” Ha banna bao ba sa mo mamele, monna eo a tshwara mosadi wa lefielo wa monna wa moeti, a mo ntshetsa kantle, ho banna bao, seterateng, ba mmeta, ba mo robala bosiu bohle, ho fihlela mesong. Ha mafube a qala ho hlaha, ba mo tlohela, a tsamaya. Ha letsatsi le tjhaba, mosadi a fihla a wela monyakong wa ntlo ya monna eo, moo monga hae a neng a le hona teng, ho fihlela bo esa. Monga hae a tsoha hoseng, a bula mamati a ntlo. Ha a etswa, a re o a tsamaya, a bona mosadi, e leng mosadi wa hae wa lefielo, a tjapaletse fatshe pela monyako wa ntlo, matsoho a hae a itshwareletse koseneng ya ntlo. A re ho yena: “Ema, re tsamaye!” Empa ha ho ya ileng a araba. Yaba monna eo o a ema, o belesa mosadi hodima tonki, o ya hahabo. Ha a fihla ka tlung ya hae, a nka thipa, a tshwara setopo sa mosadi wa hae wa lefielo, a se nonyolla manonyeletso, a se etsa dikotwana tse leshome le metso e mmedi, yaba o di romela dinaheng tsohle tsa Baiseraele. Ha eba jwalo, hoo bohle ba boneng ba ileng ba re: “Ketso e tjena ha e eso ka e etsahala, kapa e bonwa, ho tloha mohla letsatsi leo bana ba Iseraele ba neng ba nyoloha Egepeta ka lona, ho fihlela kajeno! E nahaneng, le ikeletse, le bue.” Bana bohle ba Iseraele, ho tloha Dane ho ya fihla Beeresheba, le naheng ya Gileade, ba tsamaya. Setjhaba sa phuthehela Misepa ho Morena, sa iketsa kgokanyana phiri. Baetapele bohle ba setjhaba le ba merabe yohle ya Iseraele ba ba teng phuthehong ya setjhaba sa Modimo; e le banna ba ditaaso ba dikete tse makgolo a mane, ba hlometseng ka disabole. Jwale ba morabe wa Benjamine ba utlwela hore bana ba Iseraele ba nyolohetse Misepa. Bana ba Iseraele ba re: “Re bolelleng hore na bokgopo bona bo etsahetse jwang?” Yaba Molevi eo e leng monna wa mosadi ya ileng a bolawa, o a araba, o re: “Ke ile ka fihla Gibea, naheng ya morabe wa Benjamine, ke ena le mosadi wa ka wa lefielo, hore re robaletse teng. Banna ba Gibea ba ntsohela matla, bosiu ba etsetsa ntlo eo ke robetseng ka ho yona sakanalankope. Ba ne ba rerile ho mpolaya, empa ba beta mosadi wa ka wa lefielo, mme a shwa. Ka nka setopo sa mosadi eo wa ka wa lefielo, ka se kgaola dikotwana, ka di romela naheng yohle eo Baiseraele ba e jeleng lefa, hobane Bagibea bao ba entse bohlola le manyala naheng ya Iseraele. Bonang, lona bana ba Iseraele, le mona bohle; rerisanang, le eletsane hona mona.” Setjhaba sohle sa ba ntsweleng, sa re: “Ha ho le ya mong wa rona ya tla ya lapeng la hae, mme ha ho le ya mong wa rona ya tla kgutlela ha hae. Seo re tla se etsa Gibea ke sena: Ba tla e futuhela ba tla ntshwa ka lotho. Merabeng yohle ya Iseraele re tla nka banna ba leshome ho ba lekgolo, ba lekgolo ho ba sekete, le ba sekete ho ba dikete tse leshome, ho ya batlela bahlabani dijo, e le hore ha ba fihla Gibea e naheng ya Benjamine, ba tle ba pheteletse manyala wohle ao banna ba Gibea ba a entseng naheng ya Iseraele.” Kahoo banna bohle ba Iseraele ba futuhela motse oo ba ikentse kgokanyana phiri. Merabe ya bana ba Iseraele ya romela banna morabeng wohle wa Benjamine, ya re: “Ke bokgopo bofe boo, bo etsahetseng hara lona? Ka baka leo, re neeng banna bao ba ditshila, ba Gibea, re tle re ba bolaye, mme re fedise bokgopo bona naheng ya Iseraele.” Empa ba morabe wa Benjamine ba se ke ba natsa polelo ya bana babo bona, e leng bana ba Iseraele. Ba morabe wa Benjamine ba tswa metseng ya bona, ba phuthehela Gibea, ho ya lwantsha bana ba Iseraele. Ka tsatsi leo, palo ya ba morabe wa Benjamine, ba neng ba hlometse ka disabole, e ne e le banna ba dikete tse mashome a mabedi a metso e tsheletseng, ntle ho banna ba motse wa Gibea, ba kgethilweng. Banna bana bohle, ba kgethilweng, ba makgolo a supileng, e ne e le ba maqele. E mong le e mong wa bona o ne a ka betsa qoba ya moriri ka letjeketjane, mme a se ke a e fosa. Ntle ho ba morabe wa Benjamine, banna ba Baiseraele, ba neng ba hlometse ka disabole, e ne e le dikete tse makgolo a mane. Banna bana bohle e ne e le bahlabani. Setjhaba sa Iseraele sa nyolohela Bethele, ho fumana keletso ya Modimo, mme sa re: “Ke bafe ho rona ba tla futuhela bana ba Benjamine pele?” Morena a re: “Ho tla futuha Juda pele.” Bana ba Iseraele ba tsoha e sa le hoseng, ba fihla ba hloma pela Gibea. Banna ba Iseraele ba futuhela ba morabe wa Benjamine. Banna ba Iseraele ba theela ba morabe wa Benjamine theko ya ntwa Gibea. Ba morabe wa Benjamine ba tswa motseng wa Gibea. Ka lona letsatsi leo ba bolaya banna ba dikete tse mashome a mabedi a metso e mmedi tsa bana ba Iseraele. Empa banna ba Iseraele ba tsoha molota, ba boela ba thea theko ya ntwa moo ba neng ba e theile teng ka letsatsi la pele. Bana ba Iseraele ba nyoloha, ba lla ba le kapele ho Morena, ho fihlela ka phirimana. Ba botsa Morena, ba re: “Na re ka boela ra futuhela bana babo rona, ba morabe wa Benjamine?” Morena a re: “Nyolohang le ba futuhele.” Ka letsatsi la bobedi bana ba Iseraele ba boela ba futuhela ba morabe wa Benjamine. Ka lona letsatsi leo la bobedi, ba morabe wa Benjamine ba tswa Gibea, ba boela ba bolaya banna ba Iseraele ba dikete tse leshome le metso e robedi. Banna bana bohle e ne e le ba hlometseng ka disabole. Jwale bana bohle ba Iseraele, le setjhaba sohle, ba nyolohela Bethele. Ba lla, mme ba dula kapele ho Morena. Ka letsatsi leo ba itima dijo ho fihlela ka phirimana. Ba nyehella Morena ka dinyehelo tsa setjheso le ka dinyehelo tsa teboho. Yaba bana ba Iseraele ba botsa Morena, hobane areka ya selekane sa Modimo e ne e sa le teng mehleng eo. Ka matsatsi wona ao, Finease, mora wa Eleasare, mora wa Arone, e ne e le yena ya sebeletsang kapele ho yona. Jwale a re: “Na re ka boela ra futuhela bana babo rona, ba morabe wa Benjamine, kapa re kgaotse?” Morena a re: “Nyolohang, hobane hosasane ke tla neelana ka bona matsohong a lona.” Baiseraele ba lalla motse wa Gibea ba o potapotile. Ka letsatsi la boraro Baiseraele ba nyoloha, ba futuhela ba morabe wa Benjamine. Ba itokisetsa ho futuhela Gibea jwaloka makgetlong a mang a pele. Ba morabe wa Benjamine ba tswa ho futuhela setjhaba sa bana ba Iseraele. Ba ba hulela thokwana le motse, ba qala ho bolaya setjhaba, ba se etsa mofela, jwaloka makgetlong a pele. Ba ba bolaela mebileng e moholo e yang Bethele, le mmileng o yang Gibea, le hara masimo, e batlile e eba banna ba mashome a mararo ba Baiseraele. Ba morabe wa Benjamine ba re: “Re ba hlotse jwaloka lekgetlo la pele.” Empa bana ba Israele ba re: “A re baleheng, re ba hulele thokwana le motse, ho ya mebileng e meholo.” Banna bohle ba Iseraele ba phahama moo ba neng ba le teng, ba thea theko ya ntwa, ba le Baale-Tamare. Banna ba Iseraele ba neng ba laletse ba tswa moo ba neng ba le teng, ka bophirimela ho Geba. Jwale bahlabani ba mokgetho wa Iseraele, ba dikete tse leshome, ba futuhela Gibea, ntwa ya eba e mahlomafubedu. Empa ba morabe wa Benjamine ba ne ba sa tsebe hore koduwa e haufi ho ba wela hodimo. Morena a etsa hore Baiseraele ba hlole ba morabe wa Benjamine. Ka lona letsatsi leo Baiseraele ba bolaya banna ba morabe wa Benjamine ba dikete tse mashome a mabedi a metso e mehlano le lekgolo. Banna bana bohle e ne e le ba hlometseng ka disabole. Ba morabe wa Benjamine ba bona hore ba hlotswe. Banna ba Iseraele ba tjhetjha kapele ho ba morabe wa Benjamine, hobane ba ne ba tshepile banna ba neng ba laletse ho potapota Gibea. Ba laletseng ba potlakela ho futuhela Gibea. Bao ba laletseng ba ropoha, ba bolaya bohle ba motseng oo ka sabole. Ho ne ho ena le tumellano ya pontsho pakeng tsa banna ba Iseraele le ba neng ba laletse, ya hore ha mosi o foqoha motseng, banna ba Iseraele ba boye sekwele. Ba morabe wa Benjamine ba bolaya banna ba Iseraele ba mashome a mararo, hobane ba ne ba re: “Ruri re ba hlotse jwaloka ntweng ya pele.” Mosi wa foqoha motseng o entse leru le lopaletseng. Ha ba morabe wa Benjamine ba hetla, ba bona motseng ho foqoha mosi o lebang hodimo. Jwale banna ba Iseraele ba boya sekwele, ba morabe wa Benjamine ba kgathala matla, hobane ba ile ba bona hore koduwa e ba wetse hodimo. Ba morabe wa Benjamine ba baleha banna ba Baiseraele, ba nka tsela e lebang lehwatateng, empa dira tsa ba bea merebele, mme ba neng ba etswa motseng ba kena hara bona, ba ba fekefa. Ba etsetsa ba morabe wa Benjamine sakanalankope ba ntse ba ba phaladisa. Ba ba etsa mofela ho ya fihla ka botjhabela ho Gibea. Ha bolawa banna ba morabe wa Benjamine ba dikete tse leshome le metso e robedi. Banna bana bohle e ne e le bahale. Ba morabe wa Benjamine ba balehela nqa lehwatateng, ho ya fihla lefikeng la Rimone. Ba dikete tse hlano Baiseraele ba ba bolaela mmileng o moholo. Ba ba bea merebele ho ya fihla Gidome, mme ho bao ba boela ba bolaya ba dikete tse pedi. Ka letsatsi leo ba bolaya ba morabe wa Benjamine ba dikete tse mashome a mabedi a metso e mehlano, ba hlometseng ka disabole. Banna bana bohle e ne e le bahale. Yaba banna ba makgolo a tsheletseng ba ileng ba phekgoha, ba balehela nqa lehwatateng, lefikeng la Rimone, ba dula teng ka dikgwedi tse nne. Baiseraele ba boela ba kgutlela ho ba morabe wa Benjamine, ba ba bolaya ka sabole, ba bolaya le bohle ba motseng, le diphoofolo, le tsohle tseo ba ileng ba di fumana. Metse yohle eo ba ileng ba fihla ho yona ba e tjhesa ka mollo. Banna ba Iseraele ba ne ba ile ba hlapanya ha ba le Misepa, ba re: “Ha ho le ya mong wa rona ya tla neana ka moradi wa hae hore a nyalwe ke ba morabe wa Benjamine.” Setjhaba sa fihla Bethele, sa dula teng kapele ho Modimo, ho fihlela ka phirimana. Sa bokolla habohloko, sa re: “Oho, Modimo wa Iseraele, ke hobaneng ha hoo ho etsahetse naheng ya Iseraele, hore ebe kajeno morabe o mong wa Iseraele ha o yo?” Ka le hlahlamang setjhaba sa tsoha e sa le ka madungwadungwana, sa haha aletare, sa nyehela ka dinyehelo tsa setjheso, le ka dinyehelo tsa teboho. Bana ba Iseraele ba re: “Ke mang hara merabe ya Iseraele ya sa kang a tla phuthehong ya Morena?” Ke hobane ba ne ba entse kano e kgolo malebana le ya sa tlang phuthehong ya Morena, e neng e le Misepa, ba re: “Ruri o tla bolawa!” Bana ba Iseraele ba itshwabela ka baka la bana babo bona ba morabe wa Benjamine, ba re: “Kajeno morabe o mong o fedisitswe naheng ya Iseraele. Baa ba setseng re tla etsa jwang ka bona hore ba be le basadi, kaha re hlapanyeditse Morena hore re ke ke ra neana ka baradi ba rona hore ba ba nyale?” Ba boela ba re: “Ke morabe ofe hara merabe ya Iseraele, o sa kang wa phuthehela Misepa ho Morena?” Ba bona hore ha ho motho le ya mong ya ileng a tla diahelong a etswa Jabeshe-Gileade, a etla phuthehong. Setjhaba sa balwa, mme ba fumana ho se motho le ya mong wa baahi ba Jabeshe-Gileade. Kahoo setjhaba sa romela banna ba bahale, ba dikete tse leshome le metso e mmedi, sa re: “Tsamayang le yo bolaya baahi ba Jabeshe-Gileade ka sabole; le bolaye basadi le bana. Seo le tla se etsa ke sena: Monna e mong le e mong ya kileng a robala le mosadi, le mosadi e mong le e mong ya kileng a robala le monna, bao le ba bolaye ho hang.” Hara baahi ba Jabeshe-Gileade ba fumana barwetsana ba makgolo a mane ba neng ba eso ka ba robala le monna; yaba ba ba isa diahelong tsa Shilo, e naheng ya Kanana. Setjhaba sohle sa romela maqosa ho ba morabe wa Benjamine, ba neng ba le lefikeng la Rimone, sa bua le bona, sa ba phatlalletsa kgotso. Ka yona nako eo ba morabe wa Benjamine ba kgutla. Baiseraele ba ba nea basadi bao ba ileng ba ba pholosa hara basadi ba Jabeshe-Gileade, empa basadi bao ba se ke ba ba lekana. Setjhaba sa itshwabela ka baka la ba morabe wa Benjamine, hobane Morena o ne a hlahisitse sekgeo hara merabe ya Iseraele. Jwale baholo ba setjhaba ba re: “Baa ba setseng re tla ba fumanela basadi kae, ha e le moo basadi ba bolailwe morabeng wa Benjamine?” Yaba ba re: “Bana ba phonyohileng e be lefa la ba morabe wa Benjamine, e le hore morabe ona o se ke wa fela naheng ya Iseraele. Empa re ke re ra ba nea baradi ba rona hore ba ba nyale.” Bana ba Iseraele ba ne ba ile ba hlapanya, ba re: “Ya ka nyallanang le ba morabe wa Benjamine a rohakehe!” Ba boela ba re: “Bonang, ka selemo se seng le se seng ho ba le mokete wa Morena, mane Shilo e ka leboya ho Bethele, ka botjhabela ho mmila o moholo o nyolohang Bethele, o eya Shekeme, ka borwa ho Lebona.” Ba laela ba morabe wa Benjamine, ba re: “Tsamayang le yo lalla hara dirapa tsa morara. Le lebelle, mme e tle ere ha le bona barwetsana ba Shilo ba etla motjekong, le ropohe hara dirapa tsa morara, monna e mong le e mong a ikabe ka mosadi wa hae hara barwetsana bao ba Shilo, a ikele naheng ya morabe wa Benjamine. Ha bo-ntata bona, kapa dikgaitsedi tsa bona, ba ka tla ho le tsekisa, re tla re ho hona: Ba tshwareleng, hobane e mong le e mong wa bona o ikgapetse mosadi jwalokaha banna ba ye ba etse ntweng. Haeba le ne le ba neile baradi ba lona, le ka be le le molato. ” Ba morabe wa Benjamine ba etsa jwalo, ba inkela basadi ba ba lekaneng, ho latela palo ya bona, hara barwetsana ba tlileng motjekong, ba ba shobedisa. Ba boela naheng ya habo bona, ba tsosa dithako tsa metse ya bona, ba phela kahara yona. Ka yona nako eo bana ba Iseraele ba tloha moo, e mong le e mong a ya morabeng wa habo, le lelapeng la hae. Ba tloha, monna e mong le e mong a ya naheng ya habo eo a e jeleng lefa. Mehleng eo ho ne ho se na kgosi naheng ya Iseraele, motho ka mong o ne a iketsetsa seo yena a reng se nepahetse. Mehleng ya ha ho ne ho busa baahlodi, naha ya Iseraele ya eba le tlala. Monna e mong wa Betlelehema e Juda, a ena le mosadi wa hae le bara ba hae ba babedi, a ya jaka naheng ya Moabe. Lebitso la monna eo e ne e le Elimeleke, mosadi wa hae e le Naomi, bara ba hae e le Mahelone le Kilejone. E ne e le Baeferata ba tswang Betlelehema e Juda. Ba fihla naheng ya Moabe, ba aha teng. Yaba Elimeleke, mohatsa Naomi, o a shwa, mme mosadi a sala le bara ba hae ba babedi. Bara bao ba nyala barwetsana ba morabe wa Moabe; lebitso la e mong e ne e le Orepa, la emong e le Ruthe, mme ba phela moo dilemo tse ka bang leshome. Bo-Mahelone le Kilejone le bona ba eshwa, mme mma bona a sala a se a se na monna le bara ba hae ba babedi. Naomi a utlwela hore Morena o ile a etela setjhaba sa hae, a se fa dijo, yaba yena, hammoho le dingwetsi tsa hae, o itokisetsa ho tloha naheng ya Moabe. Ka baka leo, Naomi le dingwetsi tsa hae tse pedi ba tloha moo ba neng ba phela teng. Ha ba le tseleng e yang naheng ya Juda, Naomi a re ho dingwetsi tsa hae: “Kgutlang, e mong le e mong a boele lapeng habo. Morena a ke a be molemo ho lona, jwalokaha le bile molemo ho nna le ho ba shweleng. Morena a ke a nee e mong le e mong wa lona monna le lelapa le tla ba le kgotso.” Yaba Naomi o a ba aka, empa bona ba lla haholo. Ba re ho yena: “Ruri re tla kgutlela le wena setjhabeng sa heno.” Naomi a re: “Kgutlang hle, bana ba ka! Ke hobaneng ha le rata ho tsamaya le nna? Na ke sa na le bara ba bang ka popelong ya ka, bao e ka bang banna ba lona? Kgutlang, bana ba ka; tsamayang, hobane ke se ke tsofetse haholo hoo nke keng ka hlola ke eba le monna. Haeba ke ne nka re ke sa na le tshepo, mme eba ke nyalwa hona bosiung bona, ke beleha bara, na le ne le tla ba emela ho fihlela ba hola? Na le ne le tla hloboha lenyalo ka baka la bona? Tjhe, bana ba ka, pelo ya ka e bohloko haholo ka baka la lona, hobane Morena o mphuraletse.” Ba boela ba lla. Orepa a aka matsalae, a kgutlela ha habo, empa Ruthe yena a imamarela ka yena. Naomi a re ho yena: “Bona, ngwetsi eno e kgutletse ho ba habo yona, le ho medimo ya yona; le wena kgutla, o latele ngwetsi eno.” Empa Ruthe a re: “O se ke wa nqobella hore ke kgaohane le wena, kapa hore ke se ke ka tsamaya le wena, hobane “moo o yang teng ke tla ya teng, moo o phelang teng ke tla phela teng; tjhaba sa heno e be tjhaba sa heso, Modimo wa hao e be Modimo wa ka. Moo o tla shwela teng ke tla shwela teng, mme ke tla epelwa hona teng. Morena a nkahlole ka ho fetisa ha re ka arohanngwa ke ho hong, haese ke lefu.” Ha Naomi a bona hore Ruthe o tsitlellela ho tsamaya le yena, a se ke a hlola a re letho ho yena. Ba tsamaya bobedi ba bona, ba ba ba ya fihla Betlelehema. Ha ba se ba fihlile Betlelehema, batho bohle ba motse ba ba bokanela, basadi ba kgotsa, ba re: “Na eo ke Naomi?” Empa a re ho bona: “Le se ke la mpitsa Naomi; le mpe le mpitse Mara, hobane Ya Matla wohle o nketseditse tse bohloko. “Ke tlohile mona ke hafa ka nkatana, Morena o nkgutlisa ke itlhophere; jwale le ka mpitsa Naomi jwang, athe Morena o ntswile, o nkahlotse, Ya Matla wohle o ntliseditse matshwenyeho?” Naomi a kgutla tjena naheng ya Moabe, a ena le Ruthe, ngwetsi ya hae ya ba morabe wa Moabe; ba fihla Betlelehema ha ho qalwa ho helwa harese. Naomi o ne a ena le e mong wa habo monna wa hae. E ne e le monna ya ruileng, wa lelapa labo Elimeleke. Lebitso la hae e ne e le Boase. Ruthe wa ba Moabe a re ho Naomi: “Ntumelle ke ye masimong, ke yo kgwahlapisa koro tshimong ya ya ka nkgauhelang.” Naomi a re ho yena: “Eya, ngwanaka.” Ruthe a ya, a fihla a kgwahlapisa tshimong, a setse bakotudi morao. Ka lehlohonolo a kena tshimong eo e leng ya Boase, eo e neng e le wa morabe wabo Elimeleke. Boase a fihla moo, a etswa Betlelehema, a re ho bakotudi: “Morena a be le lona!” Bona ba re ho yena: “Morena a o hlohonolofatse.” Jwale Boase a botsa mohlanka wa hae, ya okametseng bakotudi, a re: “Ke moradi wa mang eo?” Mohlanka a mo araba, a re: “Ke ngwanana wa ba Moabe, ya tlileng le Naomi ha a ne a kgutla naheng ya Moabe. Ngwanana enwa o ile a nkopa, a re: Ako ntumelle ke sale bakotudi morao, ke kgwahlapise, mme ke bokelle koro e pakeng tsa mangata. O ile a tla he, mme haesale a kgwahlapisa ho tloha hoseng, ho fihlela jwale; ke hona a sa itseng kgefu hanyenyane ka lephepheng!” Boase a re ho Ruthe: “Mamela mona, ngwanaka: O se ke wa ya kgwahlapisa tshimong e nngwe, mme o se ke wa tloha mona. O sebetse mona le makgabunayne ana a ka. O shebe feela tshimo eo a e kotulang, o a sale morao. Ke laetse bahlanka ba ka hore ba se ke ba o tshwenya. Ha o nyorilwe, o ye dinkgong, mme o nwe metsi a kgilweng ke bahlanka ba ka.” Ruthe a itihela fatshe ka sefahleho, a isa hlompho, a re ho Boase: “Ke ka baka lang ha o nkgauhetse, mme o nketse hloko, athe ke moditjhaba?” Boase a mo araba, a re: “Ke boleletswe tsohle tseo o di etseditseng matsalao, haesale monna wa hao a eshwa. Ke boleletswe le kamoo o tlohetseng ntatao le mmao kateng, le naha eo o tswaletsweng ho yona, wa tla setjhabeng seo pele ho mona, o neng o sa se tsebe. Morena a ke a o putse ka baka la tseo o di entseng. Morena Modimo wa Iseraele, eo o tshabetseng katlasa mapheo a hae, a ke a o nee moputso o phethahetseng.” Ruthe a re: “Ako nkgauhele, morena ka; o ntshedisitse, mme o buile ka mosa ho lekgabunyane la hao, le hoja ke sa tshwane le le leng la makgabunyane ana a hao.” Ka nako ya dijo Boase a re ho yena: “Tloo kwano, o tlo ja bohobe, o bo qopetse ka veineng e bohla.” Ruthe a dula le bakotudi, mme Boase a mo fa koro e hadikilweng. A ja, a kgora, a ba a di siya. Eitse ha e ema ho boela a kgwahlapisa, Boase a laela bahlanka ba hae, a re: “Le mo tlohele a kgwahlapise le hara mangata, mme le se ke la mo thibela. Le qhalanye maqhawana a mang ka boomo, le a tlohele, a tle a a kgwahlapise, mme le se ke la mo omanya.” A kgwahlapisa jwalo masimong, ho fihlela ka phirimana. Yaba o pola hoo a ho kgwahlapisitseng, mme koro eo ya etsa dikilo tse leshome. A nka koro eo a e kgwahlapisitseng, a ya motseng wa habo, a bontsha matsalae seo a se kgwahlapisitseng. A mo fa le dijo tse ileng tsa sala ha a eja dijo tsa motsheare. Matsalae a re ho yena: “Kajeno o tswa kgwahlapisa kae? O ne o sebetsa kae? Ho ke ho hlohonolofatswe monna ya ileng a o hlokomela.” Ruthe a bolella matsalae hore na eo a neng a sebetsa ho yena ke mang, a re: “Lebitso la monna eo ke neng ke sebetsa ho yena kajeno ke Boase.” Yaba Naomi o re ho ngwetsi ya hae: “Morena ya hauhelang ba phelang le ba shweleng a ke a mo hlohonolofatse.” Naomi a eketsa, a re ho yena: “Monna eo ke seng le rona, re tswalana le yena.” Jwale Ruthe wa Moabe a re: “O bile a re ho nna: O sebetse le bahlanka ba ka ho fihlela ba qeta ho hela koro ya ka. ” Naomi a re ho ngwetsi ya hae, Ruthe: “Ho molemo ngwanaka, hore o yo sebetsa le makgabunyane ao a hae, esere ba o tshwenya ha o ka ya tshimong ya e mong.” Ka mokgwa o jwalo Ruthe a nna a kgwahlapisa le makgabunyane a Boase ho fihlela ho qetwa ho helwa harese le koro. Ruthe a nna a dula le matsalae. Jwale Naomi, matsala Ruthe, a re ho Ruthe: “Ngwanaka, ke tshwanetse ho o batlela lehae, o tle o dule o iketlile. Ha ke re Boase, eo o kileng wa sebetsa le makgabunyane a hae, ke seng le rona? Bona, bosiung bona o tla be a olosa harese seotlong. Ka baka leo, itlhatswe, o itlotse, mme o apare hantle, ebe o theohela seotlong. O se ke wa ba wa itsebisa yena ho fihlela ha a qetile ho ja le ho nwa. E tle ere ha a itokisetsa ho robala, o hlokomele hantle moo a tla robala teng, o ye teng, o kwaholle maoto a hae, o bothe moo. Yena o tla o bolella seo o tla se etsa.” Ruthe a re ho matsalae: “Ke tla etsa tsohle tseo o reng ke di etse.” Yaba Ruthe o theohela seotlong, mme a etsa tsohle tseo matsalae a mo laetseng tsona. Ha Boase a se a jele, a nwele, mme a thabile, a ya ithoballa pela setha sa harese. Ruthe a ya ho yena ka lenyele, a kwaholla maoto a hae, a botha pela wona. Hara mpa ya bosiu Boase a phofa, a fetoha, mme a bona mosadi a bothile maotong a hae. Boase a re: “O mang?” Ruthe a araba, a re: “Ke nna Ruthe, lekgabunyane la hao; apesa lekgabunyane la hao ka kobo ya hao, hobane rona le wena re a tswalana.” Boase a re: “Morena a ke a o hlohonolofatse, ngwanaka, hobane seo o se entseng hona jwale se setle ho feta seo o se entseng pele. Ha o a ka wa matha kamora bahlankana, leha e le ba futsanehileng kapa ba ruileng. Se tshabe, ngwanaka, ke tla o etsetsa tsohle tseo o di kopang, hobane batho bohle ba motse wa heso ba a tseba hore o mosadi ya kgabane. Ke nnete, ke tswalana le wena, empa ho na le e mong ya haufi le wena, empa ho na le e mong ya haufi le wena ka tswalano ho mpheta. Robala mona bosiung bona; haeba hosasane a rata ho phetha tshwanelo ya hae ho wena, e tla ba ho lokile. Empa ha a sa rate ho etsa jwalo, ka Modimo ya phelang, nna ke tla etsa jwalo. Phomola mona ho fihlela hosasane.” Ruthe a botha pela maoto a Boase ho fihlela hosasane. Ruthe a tsoha e sa le hoseng, ho eso bonahale hantle, hobane Boase o ne a re: “Ho se be motho ya ka tsebang hore mosadi o kile a tla seotlong mona.” Boase a re ho Ruthe: “Hlobola kobo ya hao, o e ale mona.” Ruthe a e ala, mme Boase a tshela harese e ka bang boima ba dikilo tse mashome a mabedi. A mo rwesa yona, mme Ruthe a ya motseng. Ha Ruthe a fihla hae, matsalae a mmotsa, a re: “Ho bile jwang, ngwanaka?” Ruthe a mmolella seo monna eo a mo etseditseng sona, a re: “Monna eo o mphile harese e ka etsang boima ba dikilo tse mashome a mabedi, a ba a re ho nna: O se ke wa kgutlela ho matsalao o itlhophere. ” Yaba Naomi o re: “Ako mamelle, ngwanaka, o bone hore na ho tla ba jwang. Boase a ke ke a phomola moyeng ho fihlela taba ena e loka hona kajeno.” Boase a ya kgorong ya motse, a dula teng. Mong ka yena, eo Boase a ileng a bua ka yena, a fihla. Boase a re ho yena: “He monna, ako fapohele le kwano, o dule mona pela ka.” Eo a tla, a dula fatshe. Boase a bitsa baholo ba leshome ba motse oo, mme a re ho bona: “Dulang mona.” Yaba ba a dula. Jwale Boase a re ho monna ya tswalanang le yena: “Naomi ya kgutlileng naheng ya Moabe, o rekisa naha eo e neng e le ya ngwanabo rona, Elimeleke. Ke fumane ho le molemo hore ke o bolelle taba ena, ke re: Reka naha eo moo setjhaba sa heso le baholo ba sona ba leng teng. Haeba o e lopolla, e lopolle; le teng ha o sa e lopolle, mpolelle, e le hore ke tsebe, hobane ha ho e mong ya ka e lopollang haese wena, kapa nna, hobane ke a o hlahlama. ” Monna eo a re: “Ke tla e lopolla.” Empa Boase a tswela pele, a re: “Mohla o rekang naha ena ho Naomi, o tla e rekella le Ruthe wa Moabe, e leng mosadi wa mofu, e le hore o tsose lebitso la mofu naheng eo a e jeleng lefa.” Yaba eo mong ka yena o re: “Haeba ho tjena, nke ke ka e lopolla, esere ka senya lefa leo e leng la ka. Kaha nke ke ka e lopolla, wena itopollele yona.” Mehleng ya pele e ne e le moetlo wa Baiseraele, hore ditabeng tsa ho lopolla kapa tsa ho ananya, motho a role moqathatso wa hae, a o nee eo ba rekisetsanang le yena. Ona e ne e le wona mokgwa wa ho etsa bopaki ho Baiseraele. Ka baka leo, eo mong ka yena a re ho Boase: “Wena, ithekele yona.” Yaba o rola moqathatso wa hae. Boase a re ho baholo le ho setjhaba sohle: “Kajeno le dipaki tsa hore ke rekile ho Naomi tsohle tseo e neng e le tsa Elimeleke, le tsa Kilejone, le tsa Mahelone. Le bile le dipaki hore ke reka le Ruthe wa Moabe, mohlolohadi wa Mahelone, hore e be mosadi wa ka, ke tle ke tsose lebitso la mofu naheng eo a e jeleng lefa, e le hore lebitso la mofu le se ke la fela hara bana babo, le motseng wa habo.” Batho bohle ba neng ba le kgorong ya motse, ba re: “Re dipaki!” Baholo ba re: “Morena a ke a etse hore mosadi enwa ya tla kena ka tlung ya hao, a ke a be jwaloka Ragele le Lea, ba neng ba tswalle Iseraele bana. O ke o atlehe Eferata, mme o tume Betlelehema. Bana bao Morena a tla o fa bona ka mosadi enwa, ba ke ba be jwaloka bana ba Perese, bao Tamare a neng a ba tswalle Juda.” Boase a nka Ruthe ya eba mosadi wa hae. Boase a kena dikobong tsa hae, Ruthe ya eba moimana, mme a tswala mora. Basadi ba re ho Naomi: “Kajeno ho bokwe Morena, ya sa kang a o tlohela o se na mojalefa. Moshanyana enwa a ke a tume naheng ya Iseraele. O tla o tshedisa, a o fepe dilemong tsa botsofadi ba hao. Ngwetsi ya hao e o rata haholo, mme e molemo ho wena ho feta bara ba supileng.” Naomi a sika lesea, mme ya eba yena mohodisi wa lona. Basadi ba ahisaneng le Naomi ba rea moshanyana lebitso, ba re: “Naomi o tswaletswe mora,” mme ba mo rea lebitso la Obede. Ke yena ntata Jese, ya tswetseng Davida. Tsena ke ditloholo tsa Perese: Perese a tswala Heserone; Heserone a tswala Rama; Rama a tswala Aminadabe; Aminadabe a tswala Naheshone; Naheshone a tswala Salemone; Salemone a tswala Boase; Boase a tswala Obede; Obede a tswala Jese, mme Jese a tswala Davida. Ho ne ho ena le monna e mong wa Ramataime-Sofime, wa naha e maralla ya Efraime. Lebitso la hae e ne e le Elekana, mora wa Jerohame, Jerohame mora wa Elehu, Elehu mora wa Tohu, Tohu mora wa Sufe, wa morabe wa Efraime. O ne a ena le basadi ba babedi. Lebitso la wa pele e ne e le Anna, la wa bobedi e le Peninna. Peninna o ne a ena le bana, empa Anna yena o ne a se na bana. Ka selemo se seng le se seng monna eo o ne a ye a tlohe motseng wa habo, a ye Shilo ho ya kgumamela Morena wa mabotho, le ho mo etsetsa sehlabelo. Bara ba babedi ba Eli, e leng Hofeni le Finease, e ne e le baprista ba Morena. Ka letsatsi leo Elekana a neng a etsa sehlabelo ka lona, o ne a ye a nee mohatsa hae Peninna, le bara le baradi ba hae bohle, diabo tsa sehlabelo. Empa Anna yena o ne a ye a mo fe diabo tse pedi, hobane o ne a mo rata, le hoja Morena a ne a mo timme thari. Mohaditsong wa hae o ne a mo utlwisa bohloko ka ho mo soma, hobane Morena a mo timme thari. Hona ho ne ho etsahala ka selemo se seng le se seng. Kamehla ha ba nyolohela Tempeleng ya Morena, Peninna o ne a ye a utlwise Anna bohloko, ka baka leo a lle, a se ke a je. Jwale Elekana, monna wa Anna, a re ho yena: “Anna, o llelang? Ke hobaneng ha o sa je? Ke hobaneng ha pelo ya hao e le bohloko? Na nna ha ke ntho ya bohlokwa ho wena ho feta bara ba leshome?” Yare hoba ba je, mme ba nwe, ha ba le Shilo, Anna a ema. Moprista Eli o ne a dutse setulong se pela monyako wa Tempele ya Morena. Moya wa Anna o ne o tshwenyehile haholo; yaba o rapela Morena, o lla habohloko. A etsa kano, a re: “Oho, Morena wa mabotho, haeba ruri o ka tadima matshwenyeho a lekgabunyane la hao, mme wa nkgopola, wa se ke wa lebala lekgabunyane la hao, wa mpa wa le fa ngwana wa moshanyana, ke tla mo abela Morena ka matsatsi wohle a ho phela ha hae, mme hlooho ya hae e ke ke ya beolwa.” Ha a se a nkile nako e telele a ntse a rapela Morena, Eli a nna a tadima molomo wa hae. Anna o ne a rapela ka pelo, a ntse a bebenya melomo feela, empa lentswe la hae le sa utlwahale. Ka baka leo, Eli a hopola hore mosadi eo o tahilwe. Yaba Eli o re ho yena: “O tla tahwa ho fihlela neneng? Ako hlaphohelwe botahweng bona ba hao!” Anna a araba, a re: “Tjhe, monga ka, nna ke mosadi ya tshwenyehileng moyeng. Ha ke a nwa veine kapa seno se tahang; ke ne ke mpa ke tshollela masisapelo a ka ho Morena. O se ke wa tadima lekgabunyane la hao e le mosadi ya kgopo, hobane ho fihlela jwale ke ntse ke buiswa ke masisapelo a ka le matshwenyeho a ka.” Eli a mo araba, a re: “Tsamaya ka kgotso! Eka Modimo wa Iseraele a ka o nea seo o se kopileng ho yena!” Anna a re: “Ako tadime lekgabunyane la hao ka mohau.” Mosadi eo a ikela, mme a ja, sefahleho sa hae sa kganya kgotso. Bo-Elekana le Anna ba tsoha ka madungwadungwana, ba kgumamela Morena, ba kgutla, mme ba fihla tlung ya bona e Rama. Elekana a kena dikobong tsa Anna, mohatsa hae, mme Morena a mo hopola. Ha ho se ho fetile nako e itseng, Anna a ithwala, mme a beleha mora. A mo rea lebitso la Samuele, a re: “Ke hobane ke mo kopile ho Morena.” Jwale monna wa hae Elekana, hammoho le bohle ba lelapa la hae, a nyoloha ho ya nyehella Morena ka sehlabelo sa selemo se seng le se seng, le ho phetha kano ya hae. Empa ha e le Anna yena a se ke a nyoloha, hobane o ile a re ho monna wa hae: “Hanghang ha moshanyana a kgweswa, ke tla mo tlisa, ke mo hlahise kapele ho Morena, mme a tle a hlole teng kamehla yohle.” Yaba Elekana, monna wa hae, o re ho Anna: “Etsa seo o bonang se lokile, o emele ho fihlela o mo kgwesitse. Feela eka Morena a ka etsa hore o phethahatse kano ya hao.” Yaba Anna o itulela hae, o hodisa mora wa hae ho fihlela a ba a mo kgwesa. Ha Anna a se a kgwesitse Samuele, a nyoloha le yena a kganna dipohwana tse tharo, a nkile phofo e thumisehileng, e boima ba dikilo tse leshome, le lekuka la veine, a mo isa ka tlung ya Morena e Shilo. Moshanyana eo o ne a sa le monyenyane. Ba hlaba e nngwe ya dipohwana, mme ba isa moshanyana ho Eli. Anna a re: “Oho, monga ka, ke hlapanya ka wena, monga ka, hore ke nna mosadi ya kileng a ema pela hao mona, a rapela Morena. Ke ne ke kopa hore a mphe moshanyana enwa, mme Morena o nneile seo ke neng ke se kope ho yena. Ka baka leo, le nna ke mo abela Morena. Ke mo abetse Morena ka matsatsi wohle a bophelo ba hae.” Yaba ba kgumamela Morena hona moo. Anna a rapela, mme a re: “Pelo ya ka e nyakalletse Morena, ke tsoha molota ka ba ka la Morena; molomo wa ka o tseba ho soma dira tsa ka, hobane ke nyakaladitswe ke topollo ya hao. “Ha ho ya halalelang jwaloka Morena, hobane ha ho e mong kantle ho wena, ha ho mosireletsi ya kang Modimo wa rona. “Kgaotsang dipuo tsa boikgohomoso, boikalatiso bo se tswe melomong ya lona, hobane Morena ke Modimo ya tsebang tsohle, diketso tsohle di ahlolwa ke yena. “Diqha tsa bahale ba dinatla di robehile, ba kgothometsehileng ba boetse ba matlafaditswe. Ba neng ba kgora, ba sebeletsa bohobe, ba neng ba lapa ba a kgora; e, nyopa e tswetse bana ba supile, ya belehileng haholo o setse a itlhophere. “Morena o a bolaya, o bile o a phedisa; o theolela Nqalong ya bafu, a ba nyolle teng hape. Morena o a futsanehisa, o bile o a ruisa, o a kokobetsa, o bile o a phahamisa, Mafutsana o a nyolla a le leroleng, bahloki o ba nyolla ba le moraheng, o ba dudisa mmoho le mahosana, terone ya tlotla e be lefa la bona; hoba tshiya tsa lefatshe ke tsa Morena, o theile lefatshe hodima tsona. O tataisa maoto a bahalaledi ba hae, athe ba kgopo ba tla timella lefifing, hobane motho ha a hlole ka matla a hae. Dira tsa Morena di tla tamukanngwa, ha Radiphahama a thwathwaretsa a le lehodimong; Morena o tla ahlola batho bohle, a matlafatse kgosi ya hae, a tsose Motlotsuwa wa hae, a mo tsose molota!” Elekana a kgutlela Rama, tlung ya hae, mme moshanyana a sala a sebeletsa Morena, kapele ho moprista Eli. Bara ba Eli e ne e le banna ba kgopo, ba sa tsotelleng Morena, kapa moetlo o laolang tshebedisano ya baprista le setjhaba. Ha motho ofe kapa ofe a nyehela ka sehlabelo, mohlanka wa moprista o ne a ye a tle a nkile fereko e meno a mararo, ha nama e ntse e phehilwe. Mohlanka eo a hlabe ka yona ka paneng, kapa ka ketleleng, kapa ka sejaneng, kapa ka pitseng. Nama yohle eo fereko e tlang e e hlabile e ne e ye e nkwe ke moprista. Ba ne ba ye ba etse jwalo ho Baiseraele bohle ba neng ba etla moo Shilo. E, le pele ba tjhesa mafura, mohlanka wa moprista o ne a ye a tle, a re ho monna ya etsang sehlabelo: “Fana ka nama e tla besetswa moprista, hobane ho wena a ke ke a nka nama e phehilweng, haese e tala feela.” Haeba monna eo a ka re ho mohlanka: “Ako ba tlohele ba tjhese mafura pele, ebe jwale wena o nka kamoo o ratang kateng,” mohlanka wa moprista o ne a ye a re: “Tjhe, mphe yona hona jwale, ho seng jwalo ke tla inkela yona ka dikgoka.” Sebe sa bahlankana bana se ne se le seholo haholo mahlong a Morena, hobane bara bao ba Eli ba ne ba hlompholla dinyehelo tsa Morena. Empa Samuele a sebeletsa Morena, ho tloha boshanyaneng ba hae. O ne a itlama ka setipe se entsweng ka lesela la lene. Ka selemo se seng le se seng mmae o ne a ye a mo etsetse kojwana, a mo tlisetse yona ha a nyoloha le monna wa hae ho tla nyehela ka sehlabelo sa selemo se seng le se seng. Eli o ne a ye a hlohonolofatse Elekana le mosadi wa hae, mme a re: “Morena a fe mosadi enwa bana ka baka la mpho eo a e etseditseng Morena.” Ebe ba ya lapeng ha bona. Ruri Morena a hopola Anna, a emola, a beleha bara ba bararo le baradi ba babedi. Moshanyana Samuele yena a holela kapele ho Morena. Eli o ne a se a tsofetse haholo. A utlwa tsohle tseo bara ba hae ba neng ba ye ba di etse ho Baiseraele bohle, le kamoo ba neng ba ye ba robale le basadi ba sebeletsang monyakong wa Tente ya Morena kateng. Eli a re ho bona: “Ke hobaneng ha le etsa dintho tse tjee? Setjhaba sena sohle se mpolella diketso tsa lona tse mpe. Wee, bana ba ka, ditaba tseo ke utlwang setjhaba sa Morena se di phatlalatsa hohle, ha di ntle ho hang. Ha motho a sitelwa motho e mong, Modimo o tla mo ahlola, empa haeba motho a ka sitelwa Morena, ke mang ya tla mmuella?” Leha ho le jwalo ba se ke ba mamela ntata bona, hobane Morena o ne a rerile ho ba bolaya. Moshanyana Samuele a nna a hola, mme a nna a rateha ho Morena le ho batho. Moporofeta wa Modimo a tla ho Eli, mme a re ho yena: “Morena o bua tjena: Na ha ke a ka ka iponahatsa lapeng leno, ha bo-ntatao ba sa le Egepeta, le le makgoba tlung ya Faro? Na ha ke a ka ka kgetha ntatao hara merabe yohle ya Iseraele hore e be moprista wa ka, a nyolohele aletareng ya ka ho ya tjhesa mokubetso, le ho apara setipe kapele ho nna? Na ha ke a ka ka abela lelapa leno dinyehelo tsohle tsa setjheso tsa bana ba Iseraele? Jwale ke ka baka lang ha o hlompholla sehlabelo sa ka, le nyehelo ya ka, eo ke laetseng hore e etswe ka leahong la ka; ebe o tlotla bara ba hao ho mpheta, hore o inontshe ka tse monatenate tsa dinyehelo tsohle tsa Baiseraele, e leng setjhaba sa ka?>*** “Ka baka leo, Morena Modimo wa Iseraele, o re: Ruri ke ne ke itse ntlo ya hao, le ntlo ya ntatao, e tsamaye kapele ho nna kamehla yohle. Empa jwale Morena o re: Hoo ho ke ke ha hlola ho etsahala, hobane ke tla tlotla ba ntlotlang, empa ba nnyedisang ke tla ba nyedisa. Bona, matsatsi a a tla ao ka wona ke tla kgaola letsoho la hao, le letsoho la ntlo ya ntatao, hoo ho ke keng ha hlola ho eba le leqheku lapeng la hao. Ka leahong la ka o tla bona moprista e motjha, e moholo; o bone le tsohle tse molemo, tseo a tla di etsetsa Iseraele, empa ho ke ke ha hlola ho eba le leqheku lapeng la hao kamehla yohle. Feela hase banna bohle ba lelapa la hao bao ke tla ba tlosa aletareng ya ka, ho o llisa, le ho o utlwisa bohloko, empa ditloholo tsohle tsa hao di tla shwa e sa le bahlankana. “ Se tla etsahala ho bara ba hao ba babedi, e leng Hofeni le Finease, e tla ba pontsho ho wena: Bobedi ba bona ba tla shwa ka letsatsi le le leng. Ke tla ikgethela moprista ya tshepahalang, ya tla etsa se ka pelong ya ka le ka moyeng wa ka. Ke tla tiisa lelapa la hae, mme le tla sebeletsa kapele ho motlotsuwa wa ka kamehla yohle. E mong le e mong wa lelapa la hao ya tla sala, o tla kgumama kapele ho yena, a kope tjheletana kapa sengwathwana sa bohobe, a re: “Ke a o rapela: Ako nkgethe ke be e mong wa baprista, ke tle ke fumane thathana ya bohobe, ke je.” ” Moshanyana, Samuele, a nna a sebeletsa Morena tlasa bookamedi ba Eli. Mehleng eo lentswe la Morena le ne le utluwa sewelo, le dipono di sa ata. Ka tsatsi le leng Eli o ne a robetse moo a neng a robala teng. Mahlo a hae a ne a se a qala ho foufala, hoo a neng a se a sa bone hantle. Lebone la Modimo le ne le eso ka le tima, Samuele yena a robetse ka Tempeleng ya Morena, moo areka ya Modimo e neng e le hona teng. Morena a bitsa Samuele, mme Samuele a re: “Ke nna enwa!” Samuele a mathela ho Eli, a re: “Ke nna enwa; o mpitsitse!” Eli a re: “Ha ke a o bitsa; tsamaya o yo robala.” Yaba o a tsamaya, o ilo robala. Morena a boela a bitsa Samuele. Samuele a ema, a ya ho Eli, a re: “Ke nna enwa; o mpitsitse!” Eli a araba, a re: “Ha ke a o bitsa, ngwanaka; tsamaya o yo robala hape.” Samuele o ne a eso ka a tseba Morena; le lentswe la Morena o ne a eso ka a le senolelwa. Morena a bitsa Samuele kgetlo la boraro. Yaba o a tsoha, o ya ho Eli, o re: “Ke nna enwa; o mpitsitse!” Eli a elellwa hore ke Morena ya bitsang moshanyana. Ka baka leo, Eli a re ho Samuele: “Tsamaya o yo robala. Haeba a ka o bitsa hape, o tle o re: Bua Morena, hobane mohlanka wa hao o mametse. ” Samuele a tsamaya, a fihla a robala moo a neng a ntse a robetse teng. Morena a tla, a fihla a ema pela hae, mme a mmitsa jwalokaha a ile a mmitsa ka makgetlo a pele: “Samuele! Samuele!” Yaba Samuele o re: “Bua Morena, hobane mohlanka wa hao o mametse.” Morena a re ho Samuele: “Bona mona, ho na le ntho eo ke tla e etsa naheng ena ya Iseraele, hoo ditsebe tsa e mong le e mong ya tla e utlwa di tla lla mangenengene. Ka letsatsi leo, ke tla etsetsa Eli tsohle tseo ke di buileng malebana le ntlo ya hae, ho tloha qalong ho isa qetellong. Ke mmoleletse hore kahlolo ya ntlo ya hae e tla ba ya mehla yohle, ka baka la bokgopo ba yona, hobane o tsebile hore bana ba hae ba itliseditse thohako, empa ha a ka a ba kgalemela. Ka baka leo, ke hlapanyeditse ntlo ya Eli hore bokgopo ba ntlo ena ya hae bo ke ke ba lefellwa ka sehlabelo kapa nyehelo kamehla yohle.” Samuele a robala ho fihlela hoseng; yaba o bula mamati a ntlo ya Morena. Empa Samuele a tshaba ho bolella Eli pono eo. Yaba Eli o botsa Samuele, o re: “Samuele, ngwanaka!” Samuele a re: “Ke nna enwa.” Eli a re: “Morena o itseng ho wena? Ke a o rapela: O se ke wa mpatela. Haeba o ka mpatela lentswe lefe kapa lefe la mantswe wohle ao o a boleletsweng, Modimo a o etse jwalo, le ho feta moo.” Samuele a mmolella tsohle, a se ke a mo patela letho. Eli a re: “Eo he, ke Morena. Ha a ke a etse seo a bonang se lokile mahlong a hae.” Samuele a nna a hola, Morena a nna a ba le yena, mme Morena a phethahatsa mantswe wohle a hae. Ho tloha Dane ho ya fihla Beeresheba, Baiseraele bohle ba tseba hore Samuele o beilwe hore e be moporofeta wa Morena. Morena a boela a iponahatsa Shilo, hobane Morena o ne a ile a iponahatsa Shilo, ho Samuele, ka lentswe la Morena. Puo ya Samuele ya utlwahala hohle naheng ya Iseraele. Baiseraele ba futuhela Bafilesita. Baiseraele ba hloma pela Ebenesere, Bafilesita bona ba hloma Afeke. Bafilesita ba etsa theko ya ntwa, ba kgahlanyetsa Baiseraele. Ntwa ya lwela, Bafilesita ba hlola Baiseraele habohloko, mme bahlabani ba dikete tse nne ba Baiseraele ba bolaelwa hona moo. Ha bahlabani ba se ba kgutletse diahelong, baholo ba Iseraele ba re: “Ebe ke ka baka lang ha Morena a entse hore re hlolwe ke Bafilesita kajeno? A re yeng Shilo, re yo lata areka ya selekane sa Morena, e le hore Morena a tle a be hara rona, a re lopolle matsohong a dira tsa rona.” Setjhaba sa romela maqosa Shilo, a tla le areka ya selekane sa Morena wa mabotho, ya dutseng hodima dikerubime. Bara ba babedi ba Eli, e leng Hofeni le Finease, ba tla le areka ya selekane sa Modimo. Yare ha areka ya selekane sa Morena e fihla diahelong, ditlatse tsa Baiseraele bohle tsa hlaba hodimo, ba howa haholo, hoo lefatshe le ileng la duma. Ha Bafilesita ba utlwa lerata la ditlatse ba re: “Ebe lerata lee la ditlatse tse kaalekaale diahelong tsa Baheberu, ke la eng?” Jwale ba tseba hore areka ya Morena e fihlile diahelong. Bafilesita ba tshoha, ba re: “Modimo o fihlile diahelong!” Ba boela ba re: “A rona bale! Maoba le maobane ho ne ho se ntho e tjena! A rona bale! Ke mang ya tla re lopolla matsohong a medimo ee e matla? Medimo ena ke yona e neng e bolaye Baegepeta ka mefutafuta ya diwa, lehwatateng. Matlafalang, lona Bafilesita, le lwane senna, le tle le se ke la ba makgoba a Baheberu, jwalokaha le bona e bile makgoba a lona. Ka baka leo, lwanang senna!” Bafilesita ba lwana, Baiseraele ba hlolwa. Mohlabani ka mong a balehela lapeng la hae. Ba ba etsa mofela, ha bolawa Baiseraele ba ditaaso ba dikete tse mashome a mararo. Areka ya Modimo ya haptjwa; bara ba babedi ba Eli, e leng Hofeni le Finease, le bona ba bolawa. Monna wa Mobenjamine wa selahlamarungwana a baleha thekong ya ntwa, a ba a ya fihla Shilo ka lona letsatsi leo. Diaparo tsa hae di ne di tabohile, hlooho ya hae e tshetswe ka lerole. Ha a fihla, a bona Eli a dutse hodima setulo, kathoko ho tsela, a lebeletse, hobane o ne a tshwenyehile moyeng, ka baka la areka ya Modimo. Monna eo ha a kena motseng a beha ditaba, motse wohle wa lla sa mmokotsane. Ha Eli a utlwa lerata la seboko seo, a re: “Morusu o lerata oo ke wa eng?” Monna eo a potlaka, a tla ho Eli, a fihla a mmolella. Eli o ne a ena le dilemo tse mashome a robong a metso e robedi, mahlo a hae a foufetse, a se a sa bone. Monna eo a re ho Eli: “Ke nna ya tswang thekong ya ntwa; ke balehile teng hona kajeno.” Eli a re ho yena: “Ho etsahetse dife, ngwanaka?” Selahlamarungwana sa araba, sa re: “Baiseraele ba balehile Bafilesita. Bahlabani ba entswe mofela; bara ba hao ba babedi, Hofeni le Finease, le bona ba shwele, mme areka ya Modimo e hapilwe.” Yare ha eo a bua ka areka ya Modimo, Eli a wa setulong sa hae ka sanketse, a wela kgorong ya motse, a robeha molala, a shwa, hobane e ne e le monnamoholo wa pesola. E ne e ile ya eba moahlodi wa Baiseraele ka dilemo tse mashome a mane. Ngwetsi ya Eli, e leng mohatsa Finease, e ne e le moimana, a se a le lekgatheng la ho itshihlolla. Yare ha a utlwa ditaba tsa hore areka ya Modimo e hapilwe, le hore matsalae Eli le monna wa hae le bona ba shwele, a tshwarwa ke mahlaba a pelehi hanghang, mme a beleha. Ha a le lekgatheng la ho shwa, basadi ba neng ba eme pela hae, ba re: “Se tshabe letho, hobane o belehile mora.” Empa a se ke a ba araba, leha e le ho natsa seo ba se buang. Mosadi eo a rea ngwana eo lebitso la Ikabode, a re: “Tlotla e tlohile ho Baiseraele,” hobane ho hapilwe areka ya Modimo, ho shwele matsalae le monna wa hae. A boela a re: “Tlotla e tlohile ho Baiseraele, hobane ho hapilwe areka ya Modimo!” Ha Bafilesita ba se ba hapile areka ya Modimo, ba e tlosa Ebenesere ba e isa Ashedode. Jwale ba nka areka eo ya Modimo, ba e kenya ka tempeleng ya Dagone, ba e bea pela Dagone. Ka le hlahlamang, ha baahi ba Ashedode ba tsoha ka madungwadungwana, ba bona Dagone a wetse fatshe ka sefahleho, kapele ho areka ya Morena. Ba nka Dagone, ba boela ba mmea ditulong tsa hae. Hoseng ka le hlahlamang, ha ba tsoha e sa le ka madungwadungwana, ba boela ba bona Dagone a wetse fatshe ka sefahleho, kapele ho areka ya Morena. Hlooho ya Dagone, le diatla tse pedi tsa matsoho a hae, di ne di kgaotswe, di beilwe hodima kosene e fatshe ya monyako, ho setse setopo se sekolokoto. Ka baka leo, naheng ya Ashedode baprista ba Dagone, kapa mang le mang ya kenang ka tempeleng ya Dagone, ha ba hate hodima kosene e fatshe ya monyako wa tempele ya Dagone, ho fihlela le kajeno-yabokajeno. Morena a otla baahi ba Ashedode habohloko; a ba timetsa, a ba bolaya ka mathopa a mokoteng, a bolaya baahi ba Ashedode le ba metsana e mathokong a yona. Ha banna ba Ashedode ba bona se etsahalang, ba re: “Areka ya Modimo wa Baiseraele e ke ke ya dula hara rona, hobane Modimo o re otla habohloko, rona le modimo wa rona Dagone.” Yaba ba roma maqosa ho ba memela dikgosi tsohle tsa Bafilesita, ba re ho tsona: “Re etseng ka areka ee ya Modimo wa Baiseraele?” Dikgosi tsa araba, tsa re: “Nkang areka ena ya Modimo wa Baiseraele, le e ise Gate.” Yaba ba nka areka eo ya Modimo wa Baiseraele, ba e isa teng. Yare hoba ba ise areka moo, Morena a hlahisetsa motse oo tsietsi e kgolo. A otla banna ba motse oo, ba baholo le ba banyenyane; ba tswa mathopa a mokoteng. Yaba ba isa areka ya Modimo motseng wa Ekerone. Ha areka ya Modimo e fihla Ekerone, baahi ba Ekerone ba howa, ba re: “Ba re tliseditse areka ya Modimo wa Baiseraele ho tla re bolaya le ho tla bolaya setjhaba sa habo rona!” Ka baka leo, ba roma maqosa ho ba memela dikgosi tsohle tsa Bafilesita, mme ba re ho tsona: “Tlosang areka ena ya Modimo wa Baiseraele, le e kgutlisetse moo e tswang teng, e tle e se ke ya re bolaya, rona le setjhaba sa habo rona!” Ho ne ho nkga lefu feela hara motse wohle, hobane Morena o ne a ba otla habohloko. Banna ba sa kang ba eshwa bona ba otlwa ka mathopa a mokoteng, mme seboko se tswang motseng sa nyolohela lehodimong. Areka ya Morena ya qeta digwedi tse supileng e le naheng ya Bafilesita. Bafilesita ba bitsa baprista le dinohe, ba re: “Re etseng ka areka ee ya Morena? Re bolelleng hore na re e kgutlisetse moo e tswang teng ka mokgwa o jwang!” Baprista ba re ho bona: “Haeba le kgutlisa areka ena ya Modimo wa Baiseraele, le se ke la e kgutlisa e se na letho, empa ruri eka kgona le romele Modimo nyehelo e tlosang sebe. Ke hona le tla phekoleha, mme le tsebe le lebaka leo ka lona a sa kang a kgaotsa ho le otla.” Bafilesita ba boela ba botsa, ba re: “Nyehelo e tlosang sebe, eo re tla mo romela yona, e ka ba ya eng?” Yaba ba re: “E be ditshwantsho tse hlano tsa mathopa a mokoteng, tse bopilweng ka kgauta, le ditweba tse hlano tse bopilweng ka kgauta, ho latela palo ya dikgosi tsa Bafilesita, hobane lona bohle, le dikgosi tsa lona, le ile la otlwa ka sewa se tshwanang. Ka baka leo, le etse ditshwantsho tsa mathopa a lona a mokoteng, le ditshwantsho tsa ditweba tse le senyetsang naha. Le tla tlotla Modimo wa Baiseraele, mme mohlomong o tla tlosa kotlo ya hae hodima lona, le hodima medimo ya lona, le hodima naha ya lona. Ke hobaneng ha le thatafatsa dipelo tsa lona, jwalokaha Baegepeta le Faro ba ne ba thatafatse dipelo tsa bona? Na hase nnete hore e ne ere ha a se a bontshitse matla a hae hara bona, ya eba hona ba lokollang Baiseraele, mme ba itsamaela? “Ka baka leo he, etsang koloi e ntjha, le nke le dikgomo tse pedi tsa ditswetse, tse esong ho ka di panwa, le di pane koloing, le kgethele manamane a tsona, le a kgutlisetse sakeng. Le nke areka ya Morena, le e bee hodima koloi; dintho tse bopilweng ka kgauta, tseo le di romelang Modimo e le nyehelo e tlosang sebe, le di kenye ka letloleng, pela areka; ebe dikgomo di hula koloi, di ikela le yona ho se motho. Jwale le shebe! Haeba areka e nyolosa ka mmila o yang Bete-Shemeshe, naheng ya habo yona, e tla ba ke Modimo he, ya re etseditseng koduwa ena e kgolo, empa haeba ho se jwalo, re tla tseba hore hase Modimo ya re bolaileng, ke ntho e re hlahetseng e ne e sa rerwa.” Banna ba etsa jwalo; ba tshwara dikgomo tse pedi tsa ditswetse, ba di pana koloing, mme manamane a tsona ba a kwalla ka sakeng. Ba bea areka ya Morena hodima koloi, le letlole le kentseng ditweba tse bopilweng ka kgauta le ditshwantsho tsa mathopa a mokoteng. Dikgomo tsa otloloha feela ka mmila, e leng mmila o yang Bete-Shemeshe. Tsa tsamaya ka mmila o le mong feela, di ntse di tsamaya di lla; tsa se ke tsa kgelohela ka ho le letona kapa ka ho le letshehadi. Dikgosi tsa Bafilesita tsa sala dikgomo tseo morao, ho ya fihla moeding wa naha ya Bete-Shemeshe. Baahi ba Bete-Shemeshe ba ne ba hela koro ka kgohlong. Ha ba phahamisa mahlo ba bona areka, mme ba nyakalla ho e bona. Koloi ya fihla tshimong ya Joshua wa Mobete-Shemeshe, ya emisa hona teng, pela lefika le leholo. Ba ratha dithupa tse entseng koloi, mme ka dikgomo tseo ba etsetsa Morena nyehelo ya setjheso. Balevi ba theola areka ya Morena, le letlole le pela yona, le neng le kentse dintho tse bopilweng ka kgauta, mme tsena ba di bea hodima lefika le leholo leo. Ka lona letsatsi leo, banna ba Bete-Shemeshe ba etsetsa Morena dinyehelo tsa setjheso le mahlabelo. Ha dikgosi tsa Bafilesita di bone tsena, tsa kgutlela Ekerone ka lona letsatsi leo. Ana ke mathopa a mokoteng, a bopilweng ka kgauta, ao Bafilesita ba ileng ba a romela ho Morena e le nyehelo e tlosang sebe: Le leng e ne e le la Ashedode, le leng e le la Gasa, le leng e le la Ashekelone, le leng e le la Gate, le leng e le la Ekerone. Palo ya ditweba tse bopilweng ka kgauta e ne e lekana le palo ya metse yohle ya dikgosi tse hlano tsa Bafilesita, e nang le diqhobosheane le e se nang diqhobosheane. Le kajeno-ya-bokajeno lefika le leholo, leo areka ya Morena e neng e bewe hodima lona, le ntse le le teng tshimong eo ya Joshua wa Mobete-Shemeshe, e le bopaki ba se ileng sa etsahala. Banna ba Jekonia ba se ke ba thaba mmoho le baahi ba bang ba Bete-Shemeshe, ha ba bona areka ya Morena, mme Morena a bolaya ba mashome a supileng ba bona. Setjhaba sa eba bofifing, hobane Morena o ne a bolaile batho ba bangata. Jwale banna ba Bete-Shemeshe ba re: “Ke mang ya ka emang kapele ho Morena, Modimo eo ya halalelang? Areka ee re tla e isa ho mang, hore e tlohe pela rona?” Ba romela maqosa ho baahi ba Kiriate-Jerime, ba re: “Bafilesita ba kgutlisitse areka ya Morena. Tloong, le tlo e lata.” Jwale banna ba Kiriate-Jearime ba ya, ba nyolla areka ya Morena, ba e isa tlung ya Abinadabe e hodima leralla; ba halaletsa Eleasare, mora wa hae, hore a boloke areka eo ya Morena. Ho tloha mohla areka e kgutlelang Kiriate-Jearime ya dula teng nako e telele, ka dilemo tse mashome a mabedi. Bohle ba ntlo ya Iseraele ba labalabela ho sebeletsa Morena. Samuele a re ho bohle ba ntlo ya Iseraele: “Haeba le kgutlela ho Morena ka dipelo tsa lona tsohle, lahlang medimo ya baditjhaba e hara lona, le Asetarote. Le lebise dipelo tsa lona ho Morena, le sebeletse yena feela, mme o tla le namolela matsohong a Bafilesita.” Jwale bana ba Iseraele ba lahla bo-Baale le Asetarote, ba sebeletsa Morena feela. Samuele a re: “Baiseraele bohle ba bokane Misepa, mme ke tla ba rapella ho Morena.” Ba kopanela Misepa, ba kga metsi, ba a qhalla kapele ho Morena, ba itima dijo ka letsatsi leo, ba re: “Re sitetswe Morena!” Samuele a qala ho ba moahlodi wa bana ba Iseraele ha ba le Misepa. Ha Bafilesita ba utlwa hore bana ba Iseraele ba bokane Misepa, dikgosi tsa Bafilesita tsa nyoloha, tsa futuhela Baiseraele. Bana ba Iseraele ba utlwa hona, mme ba tshoha Bafilesita. Bana ba Iseraele ba re ho Samuele: “O se ke wa kgaotsa ho re rapella ho Morena, Modimo wa rona, hore a re namolele matsohong a Bafilesita.” Samuele a nka konyana e nyanyang, mme ka yona a etsetsa Morena nyehelo ya setjheso. Yaba Samuele o rapella Baiseraele ho Morena, mme Morena a utlwa thapelo ya hae. Yare ha Samuele a ntse a etsa nyehelo ya setjheso, Bafilesita ba atamela ho tla lwantsha Baiseraele. Empa ka lona letsatsi leo, Morena a otla Bafilesita ka letolo le leholo, a ba ferekanya, mme ba bolawa ke Baiseraele. Banna ba Baiseraele ba tswa Misepa, ba phaladisa Bafilesita, ba ba bolaya, ba ba ba ya fihla tlasa Bete-Kare. Yaba Samuele o nka lejwe le le leng, o le hloma pakeng tsa Misepa le Shene, o le rea lebitso la Ebenesere, o re: “Morena o re thusitse ho fihlela mona.” Bafilesita ba hlolwa, mme ba se ke ba hlola ba kena naheng ya Baiseraele. Morena a lwantsha Bafilesita ka matsatsi wohle a ho phela ha Samuele. Metse yohle eo Bafilesita ba neng ba e hapile ho Baiseraele ya boela ho Baiseraele hape, ho tloha Ekerone ho ya fihla Gate, mme Baiseraele ba lopolla naha ya bona matsohong a Bafilesita. Jwale kgotso ya eba teng pakeng tsa Baiseraele le Baamore. Samuele ya eba moahlodi wa Baiseraele ka matsatsi wohle a ho phela ha hae. Ka selemo le selemo o ne a ye a tsamaye a potoloha ho ya Bethele, le Gilegale, le Misepa, mme a ahlolela Baiseraele dibakeng tseo tsohle. O ne a ye a kgutlele Rama, hobane ke moo a neng a ahile teng, mme a ahlolele Baiseraele hona teng. Hona moo a hahela Morena aletare. Ha Samuele a se a tsofetse, a bea bara ba hae hore e be baahlodi ba Baiseraele. Lebitso la mora wa hae wa matsibolo e ne e le Joele, lebitso la mora wa hae wa bobedi e le Abiya. E ne e le baahlodi ba Beeresheba. Bara ba hae ba se ke ba latela mehlala ya hae, ba kgeloha, ba batla maruo ka bolotsana; ba amohela tjotjo, ba sokamisa toka. Jwale baholo bohle ba Baiseraele ba bokana, ba tla ho Samuele a le Rama. Ba re ho yena: “Bona, o tsofetse, mme bara ba hao ha ba latele mehlala ya hao. Jwale he, re kgethele kgosi e tla re busa jwaloka ditjhaba tsohle.” Empa ntho ena ya se ke ya thabisa Samuele, ha ba re: “Re nee kgosi e tla re busa.” Yaba Samuele o rapela Morena. Morena a re ho Samuele: “O mamele tsohle tseo setjhaba se di buang ho wena, hobane hase wena eo se mo lahlang; se mpa se lahla nna, hore ke se ke ka se busa. Ho ya ka diketso tsohle tsa sona, tseo se di entseng ho tloha mohla ke se ntshang Egepeta, ho fihlela kajeno, se ntahlile, sa sebeletsa medimo e meng; jwale le wena se o etsa jwalo. Ka baka leo, mamela tseo se di buang. Empa o se eletse o se o tiile, e sa le pele, o se bolelle mokgwa oo kgosi e tla se busa ka wona.” Samuele a phetela setjhaba se mo kopileng kgosi mantswe wohle a Morena. A re ho sona: “Ona e tla ba mokgwa oo kgosi e tla le busa ka wona: Kgosi e tla nka bara ba lona, e ba kgethele ho ba bahlabani ba yona ba dikariki tsa ntwa le ba dipere, mme ba tla matha kapele ho dikariki tsa yona tsa ntwa. E tla ikgethela bona hore e be balaodi ba ba dikete, le balaodi ba ba mashome a mahlano; le ho lema masimo a yona, le ho a kotula; le ho e etsetsa dihlomo tsa ntwa, le dihlomo tsa dikariki tsa yona tsa ntwa. E tla nka baradi ba lona hore ba e etsetse sente e monko o monate, ba e phehele, ba e bakele bohobe. E tla nka masimo a lona a matle ka ho fetisisa a morara, le a mohlwaare, e a nee bahlanka ba yona. E tla nka karolo e le nngwe ho tse leshome tsa koro ya lona le tsa morara wa lona, e e nee balaodi ba yona le bahlanka ba yona. E tla nka bahlanka ba lona, le makgabunyane a lona, le ditonki tsa lona tse ntle ka ho fetisisa, mme tsena tsohle e di sebedise. Kgosi e tla nka karolo e le nngwe ho tse leshome tsa mehlape ya lona ya dikgutshwane, mme lona le tla ba bahlanka ba yona. Mohla letsatsi leo le fihlang, le tla ipelaetsa haholo ka baka la kgosi ya lona, eo le e kgethileng, empa mohla letsatsi leo Morena ha a na ho le araba.” Setjhaba sa hana ho mamela lentswe la Samuele, sa re: “Tjhe, re batla ho ba le kgosi e re busang, e le hore le rona re be jwaloka ditjhaba tsohle, kgosi ya rona e re buse, e re etelle pele, e re lwanele dintweng tsa rona.” Samuele a mamela dipuo tsohle tsa setjhaba, mme a di bolella Morena. Morena a re ho Samuele: “Mamela dipolelo tsa sona, o se kgethele kgosi.” Samuele a re ho banna ba Iseraele: “Monna e mong le e mong a tsamaye, a kgutlele motseng wa habo.” Ho ne ho ena le monna wa morabe wa Benjamine, lebitso la hae e le Kishe, mora wa Abiele, mora wa Serore, mora wa Bekorate, mora wa Afiya wa morabe wa Benjamine. E ne e le morui. O ne a ena le mora ya bitswang Saule, e le mohlankana ya mahlong, mme ho se na le ya mong wa bana ba Iseraele ya mo fetang ka letho. O ne a le molelele, a phahametse batho bohle ka mahetla. Jwale ha lahleha ditonki tsa Kishe, ntata Saule. Kishe a re ho Saule: “Nka e mong wa bahlanka, o tsamaye, o yo batla ditonki.” Saule a feta hara naha ya Efraime e maralla, a feta le hara naha ya Shalesha, empa ba se ke ba di fumana. Yaba ba feta hara naha ya Shaaleme, mme le moo tsa eba siyo. A feta le hara naha ya morabe wa Benjamine, empa le teng a se ke a di fumana. Ha ba se ba fihlile naheng ya Sufe, Saule a re ho mohlanka wa hae, ya neng a ena le yena: “Tloo, re kgutle, esere ntate a tlohela ho nahana ditonki tse lahlehileng, yaba o tshwenyeha ka baka la rona.” Mohlanka a re ho yena: “Bona mona, motseng ona ho na le monna ya halalelang, mme ke motho ya hlomphehang. Tsohle tseo a di bolelang, ruri di ye di phethahale. Jwale a re ye hona teng; mohlomong a ka re bolella ho hong malebana le leeto lena leo re leng hara lona.” Yaba Saule o re ho mohlanka wa hae: “Empa bona mona, haeba re eya teng, monna eo re tla mo nea eng? Ha ho sa na mofao mekotlaneng ya rona, mme ha ho mpho eo re tla e nea monna eo ya halalelang. Re na le eng?” Mohlanka a boela a araba Saule, a re: “Bona, ke na le tjheletana ya silefera, eo ke tla e nea monna eo ya halalelang mme o tla re bolella moo re tla fumana ditonki tseo teng.” Mehleng ya pele, naheng ya Iseraele, ha motho a ne a ilo botsa Modimo o ne a ye a re: “Tloo, re ye ho senohe,” hobane ya bitswang moporofeta kajeno, mehleng eo o ne a bitswa senohe. Jwale Saule a re ho mohlanka wa hae: “O buile hantle! Tloo, re ye!” Yaba ba ya motseng oo monna ya halalelang a neng a le ho wona. Ha ba ntse ba nyoloha moepeng, ba eya ka motseng, ba fumana basetsana ba eya sedibeng, mme ba re ho bona: “Na senohe sa moo se teng?” Basetsana ba ba araba, ba re: “Se teng. Se ka mono kapele ho lona. Potlakang; se fihlile hona kajeno motseng ona, hobane hona kajeno setjhaba se ilo etsetswa sehlabelo aletareng e hodima leralla. Hanghang ha le fihla ka motseng le tla se fumana se eso nyolohele leralleng ho ya ja. Setjhaba se ke ke sa ja dijo senohe se eso fihle, hobane se lokela ho hlohonolofatsa sehlabelo, mme kamorao ho moo ba memilweng ba tla ja. Ka baka leo, nyolohang hona jwale, mme le tla se fumana.” Yaba ba nyolohela ka motseng. Ha ba kena hara motse ba bona Samuele a etla a lebile ho bona, a nyolohela leralleng. Ka letsatsi le kapele ho la ho fihla ha Saule, Morena o ne a ile a senolela Samuele, a re: “Hosasane, ka nako yona ena, ke tla romela monna ya tswang naheng ya Benjamine ho wena. O tla mo tlotsa hore e be kgosi ya setjhaba sa ka, mme o tla namolela setjhaba sa ka matsohong a Bafilesita. Ke bone ho sotleha ha setjhaba sa ka, hobane sello sa sona se fihlile ho nna.” Ha Samuele a bona Saule, Morena a bua ho Samuele, a re: “Monna eo ke buileng ka yena ho wena ke enwa! Yena monna enwa o tla busa setjhaba sa ka.” Jwale Saule a atamela pela Samuele, kgorong ya motse, a re: “Ako mpolelle, ke a o rapela, ebe ntlo ya senohe e hokae?” Samuele a araba Saule, a re: “Ke nna senohe. Nketelle pele, o nyolohele leralleng, hobane kajeno re tla ja le wena. Hosasane ke tla o lokolla, o tsamaye, mme ke tla o bolella tsohle tse ka pelong ya hao. Ha e le ditonki tse nang le matsatsi a mararo di o lahlehetse, o se ke wa itshwenya ka tsona, hobane di se di fumanwe. Empa ke mang eo Baiseraele ba mo labalabelang haholo? Na hase wena le lelapa lohle la ntatao?” Saule a araba, a re: “Na nna ha ke wa morabe wa Benjamine, e leng o monyenyane haholo wa merabe ya Iseraele? Na lelapa leso hase lona le lenyenyane haholo la malapa a morabe wa Benjamine? Jwale ke ka baka lang ha o bua ntho e tjee ho nna?” Yaba Samuele o nka Saule le mohlanka wa hae, o kena le bona ka tlung, o ba bea ka sehloohong ho ba memilweng, bao e neng e ka ba banna ba mashome a mararo. Samuele a re ho moapehi: “Tlisa setho seo ke ileng ka o nea sona, ka re o se bee kathoko.” Moapehi a nka sephaka, le tsohle tse tsamayang le sona, a se bea kapele ho Saule. Samuele a re: “Bona, setho ke sena seo o se boloketsweng. Se bee kapele ho wena, o je, hobane ho tloha ha ke ne ke re ke memile batho, haesale ke o bolokela sona hore o be o fihle.” Ka letsatsi leo Saule a ja le Samuele. Ba theoha hodima leralla, mme ba fihla motseng. Bosiung boo Saule a allwa diphate kahodima marulelo a ntlo, a robala teng. Ba tsoha ka madungwadungwana. Yare ha mafube a hlaha, Samuele a bitsa Saule a le kahodima marulelo a ntlo, a re: “Tsoha, ke o lokolle, o tsamaye!” Saule a ema, mme ba tswela seterateng ba le babedi le Samuele. Ha ba theohela ho ya qetellong ya motse, Samuele a re ho Saule: “Ere mohlanka wa hao a fetele kapele ho rona,” eo a fetela kapele, “empa wena o eme themelele! mme ke tla o bolella molaetsa wa Modimo.” Samuele a nka lenaka la ole, a e tshela hloohong ya Saule, a mo aka, a re: “Morena o o tlotsa ka ole hore o be kgosi ya setjhaba sa hae. O tla busa setjhaba sa hae, e leng Baiseraele, mme o se namolele ho dira tsa sona tse se potapotileng. Hona e tla ba pontsho ya hore Morena o o tlotsitse ho ba kgosi ya setjhaba sa hae. Kajeno, ha o tloha mona ho nna, o tla fumana banna ba babedi pela lebitla la Ragele, naheng ya Benjamine, mane Selesa. Banna bao ba tla re ho wena: Ditonki tseo o neng o ilo di batla di fumanwe. Ntatao ha a sa tsoteletse ditonki tseo, o se a tshwenyehile ka baka la hao, mme o re: “Mora wa ka ke tla mo fumana jwang? ” “Ha o tloha moo o tswele pele, mme o tla fihla sefateng sa eike se Tabore. Teng o tla kopana le banna ba bararo, ba nyolohelang Bethele, ho ya kgumamela Modimo. E mong o tla be a nkile dipotsanyane tse tharo, e mong a nkile dinkgwa tse tharo, e mong a nkile lekuka la veine. Ba tla o dumedisa, ba o nee dinkgwa tse pedi, tseo o tla di nka matsohong a bona. “Kamora moo o tla fihla Leralleng la Modimo, moo ho nang le lebotho la Bafilesita. Etlare ha o se o fihlile motseng o kopane le sehlopha sa baporofeta ba theohang aletareng e leralleng, ba eteletswe pele ke dikatara, le meropa, le makodilo, le diharepa, mme ba tla be ba ntse ba porofeta. Moya wa Morena o tla theohela hodima hao ka matla, mme le wena o tla porofeta jwaloka bona, o fetohe motho e mong osele. Ha dipontsho tsena di phethahala, o etse seo o bonang se lokela, hobane Morena o na le wena. “O tla theohela Gilegale o nketeletse pele; le nna ke tla theohela ho wena, ho tla etsa dinyehelo tsa setjheso, le ho etsa mahlabelo a dinyehelo tsa teboho. O tla nkemela ka matsatsi a supileng, ho fihlela ke fihla ho wena, mme ke tla o tsebisa seo o tla se etsa.” Ha Saule a furalla Samuele, a tsamaya, Modimo a nea Saule botho bo botjha. Ka lona letsatsi leo, dipontsho tseo tsohle tsa phethahala. Ha ba fihla leralleng, ba bona sehlopha sa baporofeta se etla ho yena. Moya wa Morena wa theohela hodima Saule ka matla, mme le yena a porofeta a le hara bona. Ha bohle ba mo tsebileng pele ba mmona a porofeta le baporofeta, batho ba botsana, ba re: “Ke eng ee e etsahalang ho mora wa Kishe? Na Saule le yena ke moporofeta?” Monna e mong wa hona moo a re: “Ntata bona ke mang?” Ka baka leo, ha eba le maele a reng: “Na Saule le yena ke moporofeta?” Ha Saule a qetile ho porofeta, a ya aletareng e leralleng. Rangwana Saule a re ho yena le ho mohlanka wa hae: “Le ne le ile kae?” Saule a re ho yena: “Re ne re ilo batla ditonki, mme ha re bona re sa di fumane ra ya ho Samuele.” Rangwana Saule a re: “Ke a o kopa: Ako mpolelle seo Samuele a ileng a se bua ho wena.” Saule a re ho rangwanae: “O ile a re bolella hantle hore ditonki di fumanwe.” Empa ha a a ka a mmolella letho ka taba ya mmuso, eo Samuele a e buileng ho yena. Samuele a memela Morena setjhaba, mane Misepa. A re ho bana ba Iseraele: “Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena: Ke nyolotse Baiseraele Egepeta, ka ba namolela, matsohong a Baegepeta, le matsohong a mebuso yohle e neng e le hateletse. Empa kajeno lona le furaletse Modimo wa lona, e leng yena ya ileng a le pholosa bomadimabeng bohle ba lona, le matshwenyehong wohle a lona. Le itse ho yena: Tjhe, re kgethele kgosi. Ka baka leo, itlhahiseng kapele ho Morena, ka merabe yohle ya lona, le ka malapa abo lona.” Yaba Samuele o atametsa merabe yohle ya Iseraele, mme ha kgethwa morabe wa Benjamine. Morabe wa Benjamine wa atametswa ka malapa a wona, mme ha kgethwa lelapa la morabe wa Matiri. Jwale ha atametswa banna ba lelapa la Matiri ka bomong, mme ha kgethwa Saule, mora wa Kishe. Ba mmatla, empa ba se ke ba mo fumana. Ka baka leo, ba boela ba botsa Morena: “Na ho na le monna e mong ya tlileng moo?” Morena a araba, a re: “Ke enwa, o ipatile hara thoto.” Ba matha, ba mo lata hona moo. A ema hara setjhaba, a le molelele, a phahametse batho bohle ka mahetla. Samuele a re ho setjhaba sohle: “Na le mmone ya kgethilweng ke Morena? Le hore ha ho le ya mong ya tshwanang le yena hara setjhaba sohle?” Setjhaba sohle sa howeletsa, sa re: “Kgosi e ke e re phelele!” Samuele a hlalosetsa setjhaba ditokelo tsa kgosi, le mesebetsi ya yona, mme tsena tsohle a di ngola bukeng, a e bea kapele ho Morena. Samuele a qhala setjhaba sohle, motho e mong le e mong a ikela ha hae. Saule le yena a ya ha hae, Gibea, mme bahlabani bao Morena a neng a ba kentse moyeng ba tsamaya le yena. Empa banna ba bang ba kgopo ba re: “Motho eo o tla re namolela jwang?” Ba mo nyedisa, mme ba se ke ba mo nea dimpho. Empa Saule a ikgaohanela. Nahashe wa Moamone a nyoloha, a hloma malebana le Jabeshe-Gileade. Banna bohle ba Jabeshe ba re ho Nahashe: “Etsa selekane le rona, mme re tla o sebeletsa.” Nahashe wa Moamone a re ho bona: “Ke tla etsa selekane le lona ha feela re dumellana hore ke honye leihlo la letsoho le letona la e mong le e mong wa lona, e le hore ke tle ke tlontlolle Baiseraele bohle.” Baholo ba Jabeshe ba re ho yena: “Ako re nee matsatsi a supileng, e le hore re ke re romele maqosa naheng yohle ya Iseraele. Haeba ho se ya re namolelang, re tla ineela ho wena.” Maqosa a fihla Gibea, motseng wa Saule, mme a bolela mantswe ana moo setjhaba sohle se ntseng se utlwa. Setjhaba sohle sa phahamisa mantswe, sa lla. Bonang, Saule o ne a etswa masimong, a kganna dipholo, mme a re: “Setjhaba se jewa keng, ha se lla tjee?” Yaba setjhaba se mmolella ditaba tsa banna ba Jabeshe. Ha Saule a utlwa mantswe ana, Moya wa Modimo wa theohela hodima hae ka matla, mme kgalefo ya hae ya tlokoma haholo. Saule a nka dipholo tse pedi, a di kgaola dikotwana, a di romela hohle naheng ya Baiseraele ka maqosa, a re: “Mang kapa mang ya sa lateleng Saule, dipholo tsa hae di tla etswa tjena!” Morena a kenya setjhaba letswalo, mme sa tswa jwalokaha eka ke motho a le mong. Saule a ba bala ha ba le Beseke; bana ba Israele ba etsa dikete tse makgolo a mararo, mme banna ba Juda ba etsa dikete tse mashome a mararo. Ba re ho maqosa a tswang Jabeshe: “Le tle le re ho banna ba Jabeshe-Gileade: Hosasane, ha letsatsi le le hloohong tsa mengala, le tla namolelwa. ” Maqosa a kgutla, a bolella banna ba Jabeshe, mme bao ba thaba. Banna ba Jabeshe ba re ho Nahashe: “Hosasane re tla tla ho wena, mme wena o tla re etsa sohle seo o bonang se lokile.” Ka la hosasane Saule a arola setjhaba dihlopha tse tharo. Setjhaba sa fihla sa ikakgela kahara diahelo tsa Baamone e sa le ka madungwadungwana. Sa bolaya Baamone ho fihlela ha tsatsi le le hloohong tsa mengala. Masalla a Baamone a phasaphasa, ha se ke ha eba le ba babedi ba balehang ba le mmoho. Setjhaba sa re ho Samuele: “Ke mang ya ileng a re: Na Saule a ka fela a re busa? Tlisang banna bao re ba bolaye!” Empa Saule a re: “Ka letsatsi lena ha ho monna ya tla bolawa, hobane kajeno Morena o namoletse Baiseraele.” Yaba Samuele o re ho setjhaba: “Tloong, re yeng Gilegale, re yo phatlalatsa hape hore Saule ke kgosi.” Setjhaba sohle sa ya Gilegale, mme moo Morena a ntseng a bona, sa bea Saule hore e be kgosi. Sa etsetsa Morena mahlabelo a nyehelo ya teboho hona moo. Saule le banna bohle ba Iseraele ba nyakalla haholo. Samuele a re ho Baiseraele bohle: “Bonang, ke mametse tsohle tseo le ileng la mpolella tsona. Ke le neile kgosi e tla le busa. Jwale kgosi eo e tla le etella pele. Nna k se ke tsofetse, mme moriri wa ka o se o le moputswa. Bara ba ka ba na le lona. Ke ile ka le etella pele ho tloha botjheng ba ka ho fihlela kajeno. Ke nna enwa: Nqoseng kapele ho Morena, le kapele ho motlotsuwa wa hae. Ke mang eo ke nkileng pholo ya hae? Kapa ke mang eo ke nkileng tonki ya hae? Kapa ke mang eo nkileng ka mo qhekanyetsa? Ke mang eo nkileng ka mo hatella? Ke mang eo nkileng ka amohela tjotjo ho yena, e le hore ke tle ke ikgakanyetse molato wa hae? Mpolelleng, mme ke tla e kgutlisetsa ho monga yona.” Setjhaba sa re: “Ha o eso ka o re qhekanyetsa, kapa o re hatella, kapa o amoha motho eng kapa eng.” Samuele a re ho bona: “Kajeno Morena ke paki, le motlotsuwa wa hae ke paki ya hore ha le a fumana ke nkile letho.” Setjhaba sa re: “Morena ke paki!” Yaba Samuele o re ho setjhaba: “Morena ya ileng a kgetha Moshe le Arone, bona ba ileng ba nyolla bo-ntata lona naheng ya Egepeta, le yena ke paki. Ka baka leo, emang, e le hore ke le qose kapele ho Morena, ho latela diketso tsohle tse lokileng tsa Morena, tseo a di etseditseng lona le bo-ntata lona. “Ha Jakobo a se a fihlile Egepeta, bo-ntata lona ba ile ba ipiletsa ho Morena, yaba Morena o romela bo-Moshe le Arone, mme bao ba ntsha bo-ntata lona naheng ya Egepeta, ba ba ahisa sebakeng sena. “Empa ba ile ba lebala Morena Modimo wa bona. Morena a neelana ka bona matsohong a Sisera, e leng molaodi wa mabotho a Hasore. A neelana ka bona le matsohong a Bafilesita, le matsohong a kgosi ya Moabe, mme bao ba ba lwantsha. Ba ipiletsa ho Morena, ba re: Re sitilwe, hobane re furaletse Morena. Re sebeleditse bo-Baale, le bo-Asetarote. Empa jwale ako re namolele matsohong a dira tsa rona, mme re tla o sebeletsa. Morena a roma bo-Jerubaale, le Bedane, le Jafeta, le Samuele, mme a le namolela matsohong a dira tsa lona kahohle, yaba le phela ka kgotso. “Eitse ha le bona hore Nahashe, kgosi ya Baamone, o a le futuhela, la re ho nna: Tjhe, re batla kgosi e tla re busa, empa Morena Modimo wa lona, e ne e le yena kgosi ya lona. Jwale, ka baka leo, bonang kgosi eo le ikgethetseng yona, eo le ikopetseng yona; Morena o le neile yona. Haeba le ka tshaba Morena, la mo sebeletsa, la mamela lentswe la hae, la se ke la fetohela melao ya hae, mme lona le kgosi e le busang la latela Morena Modimo wa lona, le tla atleha. Empa haeba le sa mamele lentswe la Morena, le fetohela melao ya Morena, o tla le lwantsha, jwalokaha a lwantshitse bo-ntata lona. “Ka baka leo, emang, le bone ntho ena e kgolo, eo Morena a tla e etsa moo le ntseng le bona. Na kajeno hase letsatsi la ho hela koro? Ke tla ipiletsa ho Morena, mme o tla romela diaduma le pula. Le tla tseba, le be le bone, hore bokgopo ba lona, boo le bo entseng kapele ho Morena, ka ho ikopela kgosi, bo boholo.” Jwale Samuele a ipiletsa ho Morena, mme ka lona letsatsi leo Morena a romela diaduma le pula. Setjhaba sohle sa tshaba Morena le Samuele haholo. Yaba setlhaba sohle se re ho Samuele: “Rapella bahlanka ba hao ho Morena Modimo wa hao, hore re se ke ra shwa, hobane ka ho ikopela kgosi, re ekeditse bobe bo bong hodima dibe tsohle tsa rona.” Samuele a re ho setjhaba: “Le se ke la tshaba. Ruri, lona bohle, le entse bobe bona bohle. Empa le se ke la furalla Morena; le sebeletse Morena ka dipelo tsa lona tsohle. Le se ke la kgeloha, la latela dintho tsa mafeela, tse ke keng tsa le thusa ka letho, kapa tsa le namolela, hobane ke mafeela. Morena a ke ke a furalla setjhaba sa hae, ka lebaka la lebitso la hae le leholo, hobane Morena o ratile ho le etsa setjhaba sa hae. Ha e le nna ho ke ke ha etsahala hore ke sitelwe Morena ka ho phetsa ho le rapella. Ke tla le ruta se molemo le se lokileng. Le tshabe Morena feela, le mo sebeletse ka nnete le ka dipelo tsa lona tsohle. Elellwang dintho tse kgolo, tseo a le etseditseng tsona. Empa haeba le tla nne le etse bokgopo, lona, le kgosi ya lona, le tla timela.” Saule o ne a ena le dilemo tse mashome a mararo ha a qala ho busa Iseraele. E bile kgosi ya Iseraele ka dilemo tse pedi. Saule a ikgethela banna ba dikete tse tharo ba Baiseraele. Ba dikete tse pedi ba ne ba ena le yena Mikemase, le thabeng ya Bethele. Ba sekete ba ne ba ena le Jonathane, Gibea e Benjamine. Banna ba setseng a ba kgutlisetsa malapeng a bona. Jonathane a hlola lebotho la Bafilesita le neng le le Gibea. Bafilesita ba utlwela taba ena. Saule a laela hore ho letswe lenaka naheng yohle, a re: “Baheberu ha ba ke ba mamele!” Baiseraele bohle ha ba utlwa ho thwe Saule o hlotse lebotho la Bafilesita, le hore Bafilesita ba hloile Baiseraele, setjhaba sa phuthehela ho Saule a le Gilegale. Bafilesita ba kopana ho lwantsha Baiseraele. Ba ne ba ena le dikariki tsa ntwa tse dikete tse mashome a mararo, le bapalami ba dipere ba dikete tse tsheletseng. Bahlabani ba ne ba le bangata jwaloka lehlabathe le lebopong la lewatle. Bafilesita ba nyoloha, ba hloma Mikemase, ka botjhabela ho Bete-Afene. Ha Baiseraele ba bona hore taba di mosenekeng, kaha setjhaba se ne se tsielehile, batho ba ipata ka mahaheng, le meferong, le mafikeng, le diqhobosheaneng, le madumeleng. Baheberu ba bang ba ne ba tsheletse mose ho Jorodane, naheng ya ba morabe wa Gade le Gileade. Empa ha e le Saule yena o ne a ntse a le Gilegale, mme setjhaba sohle sa mo latela se ntse se thothomela. Saule a hlola matsatsi a supileng, ho emela nako eo Samuele a neng a e beile. Empa Samuele a se ke a tla Gilegale, mme setjhaba sa qhalanela Saule. Ka baka leo, Saule a re: “Ntlisetseng nyehelo ya setjheso le nyehelo ya teboho.” Saule a etsa nyehelo ya setjheso. Ha Saule a qetile ho etsa nyehelo ya setjheso, ba bona Samuele a fihla. Saule a mo kgahlanyetsa, a mo dumedisa. Yaba Samuele o re ho yena: “O entseng?” Saule a re: “Ke ile ka bona hore setjhaba se a nqhalanela, le hore le wena ha o fihle ka nako eo o neng o e beile, le hore Bafilesita ba kopanetse Mikemase. Ka baka leo, ke ile ka re: Bafilesita ba tla theohela ho nna, Gilegale, empa ha ke eso ka ke rapela Morena, mme ka fumana ke tlameha hore ke etse nyehelo ya setjheso. ” Yaba Samuele o re ho Saule: “O sebeditse ka bothoto. Ha o a ka wa boloka molao wa Morena Modimo wa hao, oo a o laetseng wona. Hoja o entse jwalo, Morena a ka be a hlomamisitse mmuso wa hao, hore e be wa kamehla yohle. Empa jwale mmuso wa hao o ke ke wa hlola o tswela pele. Morena o se a ipatletse motho eo a mo ratang. Morena o laetse motho eo hore e be kgosi ya setjhaba sa hae, hobane wena ha o a ka wa mamela seo Morena a o laetseng sona.” Samuele a ema, a tloha Gilegale, a nyolohela Gibea e Benjamine. Saule a bala batho bao a neng a ena le bona, mme ya eba banna ba ka bang makgolo a tsheletseng. Saule le mora wa hae Jonathane, le banna bao a neng a ena le bona, ba hlola Gibea e Benjamine, empa Bafilesita bona ba hloma Mikemase. Banna ba futuhang ba tswa diahelong tsa Bafilesita, ba le dihlopha di tharo. Sehlopha se seng sa nka tsela e yang Ofera, naheng ya Shuale; sehlopha se seng sa nka tsela e yang Bete-Horone, mme sehlopha sa boraro sa nka tsela e yang moeding o okametseng kgohlo ya Seboime, ka nqa lehwatateng. Mehleng eo ho ne ho se na lelala le ka fumanwang naheng yohle ya Iseraele, hobane Bafilesita ba ne ba re: “Baiseraele ba se tshohe ba iketsetsa disabole kapa marumo.” Empa Baiseraele bohle ba ne ba ye ba ye ho Bafilesita, e mong le e mong a yo leotsa sekara sa hae, le sekele ya hae, le selepe sa hae, le peke ya hae. Tefiso ya ho leotsa selepe le tsenene e ne e le silefera e etsang boima ba dikeramo tse ka bang nne, ya ho leotsa sekara le mohoma wa matsoho e ne e le tse ka bang robedi. Ka baka leo, mohla letsatsi la ntwa, ho ne ho se na monna le ya mong wa banna ba neng ba ena le Saule le Jonathane, ya neng a tshwere sabole kapa lerumo letsohong la hae. E ne e le Saule le mora wa hae Jonathane feela ba neng ba ena le tsona. Bahlabani ba Bafilesita ba ne ba laletse lekgalong la Mikemase. Ka letsatsi le leng Jonathane, mora wa Saule, a re ho mohlankana ya jarang dihlomo tsa hae: “Tloo, re tshelele ho bahlabani ba Bafilesita ba laletseng, ba kamose wane.” Empa a se ke a tsebisa ntatae. Saule o ne a le mathokong a Gibea, a dutse katlasa sefate sa kgarenate, se Migerone. Batho ba neng ba ena le yena e ne e ka ba banna ba makgolo a tsheletseng. Ahiya, mora wa Ahitube, ngwanabo Ikabode, mora wa Finease ya tswalwang ke Eli, moprista wa Morena, wa Shilo, o ne a apere setipe. Banna ba ne ba sa tsebe hore Jonathane o se a tsamaile. Ka lehlakoreng le leng la lekgalo, leo Jonathane a neng a tshwanetse ho ya tswa ho lona, hore a tshelele ho bahlabani ba Bafilesita ba laletseng, ho ne ho ena le lefika le nang le lefaru, mme le ka lehlakoreng le leng hape ho ena le lefika le nang le lefaru. Lebitso la lefaru le leng e ne e le Bosese, lebitso la le leng e le Sene. Lefaru le leng le ne le le ka leboya, le tobane le Mikemase, le leng le le ka borwa, le tobane le Geba. Yaba Jonathane o re ho mohlankana ya neng a jere dihlomo tsa hae: “Tloo, re tshelele moo maqai ana a laletseng teng; mohlomong Morena o tla re thusa, hore re a hlole, ebang re bangata kapa re mmalwana, hobane ha ho letho le ka sitang Morena.” Mojari wa dihlomo tsa hae a re ho yena: “Etsa seo o ratang ho se etsa. Tswele pele; seo o se ratang, le nna ke a se rata.” Jwale Jonathane a re: “Bona, re tla fetela ho banna bao, mme re etse hore ba re bone. Haeba ba ka re ho rona: Emang moo, ho fihlela re etla ho lona, re tla ema themelele! moo re leng teng, mme re ke ke ra nyolohela ho bona. Empa haeba ba ka re ho rona: Nyolohelang ho rona, re tla nyoloha, hobane Morena o tla be a neelane ka bona matsohong a rona, mme hona e tla ba sesupo ho rona.” Bobedi ba bona ba etsa hore Bafilesita ba laletseng ba ba bone, mme Bafilesita ba re: “Bonang, Baheberu ke bao, ba tswa mafarung ao ba neng ba ipatile ho wona!” Banna ba laletseng ba bitsa Jonathane le mojari wa dihlomo tsa hae, ba re: “Nyolohelang ho rona mona, mme re tla le ruta pula!” Jonathane a re ho mojari wa dihlomo tsa hae: “Nyoloha, o ntatele, hobane Morena o neelane ka bona matsohong a Baiseraele.” Jonathane a nyoloha a kgasa, mojari wa dihlomo tsa hae a mo latetse. Bafilesita ba ketoha kapele ho Jonathane, mme mojari wa dihlomo tsa hae, ya mo latetseng, a ba qetela. Ena e bile polao ya pele e ileng ya etswa ke Jonathane le mojari wa dihlomo tsa hae. Ba bolaya banna ba ka bang mashome a mabedi, ba le sebakaneng se bonamo ba halofo ya akere. Diahelong, le hara naha, le hara setjhaba sohle, ha thothomelwa; bahlabani ba laletseng, le batho ba tlilo senya, le bona ba thothomela. Lefatshe la reketla, mme batho ba kenwa ke tshabo e kgolo e bakwang ke Modimo. Bo-modulaqhowa ba Saule ba Gibea e Benjamine ba lebella, mme ba bona letshwele le nyamela, le phasaphasa. Saule a re ho batho bao a neng a ena le bona: “Balang bahlabani, le bone hore na ba siyo ho rona ke bo-mang.” Ba ba bala, mme ba fumana ba siyo e le Jonathane le mojari wa dihlomo tsa hae. Saule a re ho Ahiya: “Tlisa areka ya Modimo mona.” Ka letsatsi leo areka ya Modimo e ne e le teng hara bana ba Iseraele. Ha Saule a ntse a bua le moprista, pherekano ya nna ya eketseha diahelong tsa Bafilesita. Yaba Saule o re ho moprista: “Kgaotsa!” Saule le banna ba neng ba ena le yena ba bokana, ba ikakgela ntweng. Ba fumana pherekano e le kgolo, Bafilesita ba hlabana ka disabole. Baheberu bao pele ba neng ba le ka lehlakoreng la Bafilesita, mme ba ba ba nyolohela le bona diahelong, le bona bao ba fetohela Bafilesita, ba ya ka lehlakoreng la Baiseraele ba neng ba ena le Saule le Jonathane. Banna bohle ba Baiseraele, ba neng ba ipatile naheng e maralla ya Efraime, ha ba utlwa hore Bafilesita ba a baleha, le bona ba ba hata direthe ntweng eo. Ka letsatsi leo, Morena a namolela Baiseraele, mme ntwa ya ba ya ya feta Bete-Afene. Ka letsatsi leo, banna ba Baiseraele ba ne ba lapile, empa Saule a hlapantsha setjhaba, a re: “Ho rohakehe monna ya tla ja dijo kajeno, pele ho phirima, mme ke eso iphetetse ho dira tsa ka.” Setjhaba sohle sa naha eo sa fihla morung, mme sa fumana mahe a dinotshi a le hohle naheng. Setjhaba ha se fihla morung, sa bona mahe a dinotshi a tshwetswetha, empa ha se ke ha eba le ya mong wa sona ya ileng a a isa molomong, hobane setjhaba se ne se tshaba kano eo. Empa Jonathane o ne a sa ka a utlwa ha ntatae a hlapantsha setjhaba; ka baka leo, a hlaba kgekge ya dinotshi ka ntlha ya molamu o letsohong la hae, a isa molomong, yaba mahlo a hae a a ela. E mong wa banna ba setjhaba a re: “Ntatao o ile a hlapantsha setjhaba ka thata, a re: Ho rohakehe monna ya tla ja dijo kajeno, empa setjhaba sona se lapile!” Jonathane a re: “Ntate o kentse setjhaba tsietsing! Ha le bone kamoo mahlo a ka a edileng kateng, hobane ke latswitse mahe a dinotshi hanyenyane! Hoja kajeno setjhaba se ile sa itjella ka ho rata, tseo se di hapileng ho dira tsa sona, na Bafilesita re ka be re sa ba etsa mofela?” Ka lona letsatsi leo, Baiseraele ba hlola Bafilesita, ho tloha Mikemase ho ya fihla Aiyalone, mme setjhaba se ne se lapile haholo. Batho ba wela tseo ba di hapileng ka mahlo a matsho. Ba nka dinku, le dikgomo, le manamane, ba di hlaba, ba ja nama eo e ntse e dutla madi. Jwale ha bolellwa Saule, ha thwe: “Bona, setjhaba se sitelwa Morena ka ho ja nama e ntseng e dutla madi!” Saule a re: “Le mahlabaphiyo! Phikolosetsang lejwe le leholo lena ho nna mona, hona jwale!” Saule a boela a re: “Eyang, le kene hara setjhaba, mme le re ho sona: Monna e mong le e mong a tlise pholo ya hae, le monna e mong le e mong a tlise nku ya hae, ba tlo di hlabela mona, ba je. Ba se ke ba sitelwa Morena ka ho ja nama e ntseng e dutla madi. ” Bosiung bona boo, monna e mong le e mong wa setjhaba seo sohle a tlisa pholo ya hae. Ba di hlabela hona moo. Saule a hahela Morena aletare. Ya eba yona aletare ya pele eo a e hahelang Morena. Yaba Saule o re: “A re theoheleng ho Bafilesita, re ba phaladise ho fihlela bosiu bo esa. Re hape dintho tsa bona, mme re se ke ra siya monna le ya mong wa bona.” Setjhaba sa re: “Etsa seo wena o bonang se lokile.” Jwale moprista a re: “A re atameleng mona, pela Modimo.” Saule a kopa keletso ya Modimo, a re: “Na nka theoha, ka phaladisa Bafilesita? Na o tla neelana ka bona matsohong a Baiseraele?” Empa ka letsatsi leo Modimo a se ke a mo araba. Yaba Saule o re: “Atamelang mona, lona baetapele bohle ba setjhaba, e le hore le tlo batlisisa, mme le be le fumane ka letsatsi lena, hore na sebe sena se bile hokae. Ke hlapanya ka Morena ya phelang, yena ya namolelang Iseraele, hore leha e ka ba Jonathane, mora wa ka, ruri o tla shwa.” Empa ha se ke ha eba le ya mong wa setjhaba sohle ya ileng a mo araba. Yaba Saule o re ho Baiseraele bohle: “Emang ka lehlakoreng le leng! Rona, le mora wa ka Jonathane, re tla ema ka ho le leng!” Setjhaba sa re ho Saule: “Etsa seo wena o bonang se lokile.” Saule a re ho Morena Modimo wa Iseraele: “Ke hobaneng, kajeno, o sa kang wa araba mohlanka wa hao? Haeba ke nna ya phoso, kapa ke mora wa ka Jonathane, oho, Morena Modimo wa Iseraele, ahlola ka lejwe la Urime; athe haeba ke setjhaba sa Iseraele se phoso, teng o ahlole ka lejwe la Thumime.” Lotho la supa Jonathane le Saule, mme setjhaba sa lokoloha. Saule a re: “Kgetha ka lotho pakeng tsa ka le Jonathane, mora wa ka.” Lotho la supa Jonathane. Saule a re ho Jonathane: “Mpolelle seo o se entseng!” Jonathane a mmolella, a re: “Ruri ke ile ka latswa mahe a dinotshi hanyenyane ka ntlha ya molamu o neng o le letsohong la ka. Ke nna enwa; ke tla shwa.” Saule a re: “Jonathane, haeba ruri o sa shwe, Modimo a mpolaye!” Yaba setjhaba se re ho Saule: “Na Jonathane o tla bolawa, yena ya pholositseng setjhaba sa Iseraele hakaalekaale? Le ho ka! Re ikana ka Modimo ya phelang: Leha e le qoba e le nngwe feela ya moriri wa hae e ke ke ya wela fatshe! Seo a se entseng kajeno, o se entse ka thuso ya Modimo.” Setjhaba sa lopolla Jonathane, a se ke a bolawa. Saule a kgaotsa ho phaladisa Bafilesita, mme Bafilesita ba ikela ha habo bona. Ka mokgwa ona Saule a nka puso ya Iseraele. A lwantsha dira tsa hae kahohle: A lwantsha Bamoabe, a lwantsha le Baamone, a lwantsha le Edomo, a lwantsha dikgosi tsa Soba, a lwantsha le Bafilesita. Hohle moo a futuhelang teng o ne a hlola. A lwana ka bonatla, a hlola Baamaleke, a namolela Baiseraele matsohong a ba ba senyetsang. Bara ba Saule e ne e le Jonathane, le Jishefi, le Malekishuwa. Mabitso a baradi ba hae ba babedi e ne e le ana: Lebitso la wa matsibolo e ne e le Merabe, la e monyenyane e le Mikale. Lebitso la mosadi wa Saule e ne e le Ahinoame, moradi wa Ahimase; lebitso la molaodi wa mabotho a hae e le Abinere, mora wa Nere, rangwana Saule. Kishe, ntata Saule, le Nere, ntata Abinere, e ne e le bara ba Abiele. Ka nako yohle ya ho phela ha Saule ho ne ho ena le dintwa tse tshabehang pakeng tsa Saule le Bafilesita. Ha Saule a bona mohlabani ya matla, kapa ya sebete, o ne a ye a mo kenye mabothong a hae. Samuele a re ho Saule: “Morena o ile a nthoma hore ke o tlotse, o be kgosi ya setjhaba sa hae sa Iseraele. Jwale, ka baka leo, mamela mantswe a Morena. Morena wa mabotho o bua tjena: Ke hopola seo Baamaleke ba ileng ba se etsa ho Baiseraele, kamoo ba neng ba ba thibele tsela kateng, ha Baiseraele ba ne ba nyoloha Egepeta. Tsamaya he, o yo lwantsha Baamaleke; o timetse tsohle tseo ba nang le tsona ho hang, mme o se ke wa ba wa ba qenehela. O bolaye monna le mosadi, bana le masea, dikgomo le dinku, dikamele le ditonki. ” Yaba Saule o bitsa setjhaba, mme o se bala se le Telaime. E ne e le banna ba ditaaso ba dikete tse makgolo a mabedi; ba morabe wa Juda e le banna ba dikete tse leshome. Jwale Saule a fihla motseng wa Baamaleke, mme a fihla a lalla ka kgohlong. Saule a re ho Bakene: “Tsamayang, le tlohe mona hara Baamaleke, esere ka le timetsa mmoho le bona. Lona le ne le hauhele bana ba Iseraele bohle ha ba ne ba nyoloha Egepeta.” Yaba Bakene ba tloha hara Baamaleke. Saule a hlola Baamaleke ho tloha Hafila, ho ya fihla Shure, ka botjhabela ho Egepeta. Saule a tshwara Akake, kgosi ya Baamaleke, a ntse a phela. A bolaya setjhaba sohle sa Baamaleke ka sabole. Empa bo-Saule le setjhaba ba hauhela Akake, ba qenehela le dinku tse ntlentle, le dikgomo le tse hlahlamang tseo ka botle, le dikonyana, le tsohle tse ntle, mme tsena ba se ke ba rata ho di bolaya ho hang. Empa diphoofolo tsohle tse se nang thuso, tse tsiapang, tsona ba di bolaya ho hang. Morena a bua ho Samuele, a re: “Ke a itshwabela ha e le mona ke ile ka etsa hore Saule e be kgosi, hobane o mphuraletse, ha a ya phetha seo ke mo laetseng sona.” Hona ha halefisa Samuele, mme a ipiletsa ho Morena bosiu bohle. Samuele a tsoha e sa le ka madungwadungwana, ho ya kopana le Saule. Samuele a bolellwa, ha thwe: “Saule o fihlile Karamele, mme o ntse a iketsetsa sefika hona teng. O se a bile a kgutlile, a theohetse Gilegale.” Samuele a fihla ho Saule, mme Saule a re ho yena: “Morena a ke a o hlohonolofatse! Ke phethile taelo ya Morena!” Samuele a re: “Ho lla hoo ke ho utlwang ha dinku le ha dikgomo, ho bolelang?” Saule a re: “Banna ba di nkile ho Baamaleke, hobane batho ba ile ba qenehela tse ntlentle tsa dinku le tsa dikgomo, e le hore ba tle ba etsetse Morena Modimo wa bona, sehlabelo. Tse ding tsona re di bolaile ho hang.” Yaba Samuele o re ho Saule: “Bea butle; ke tla o bolella seo Morena a se buileng ho nna bosiung bona.” Saule a re ho Samuele: “A ko bue!” Samuele a re: “Ha ke re o hlooho ya merabe ya Iseraele, le hoja wena o itadima o le e monyenyane? Morena o o tlotsitse hore o be kgosi ya Iseraele. Morena o ile a o roma, a re: Tsamaya, o yo timetsa baetsadibe bao ho hang, e leng Baamaleke; o ba lwantshe ho fihlela ba fela tu! Jwale ke hobaneng o sa kang wa mamela lentswe la Morena, yaba o se o wela kgapo ka mahlo a matsho, mme wa etsa ho hobe mahlong a Morena?” Saule a re ho Samuele: “Ke mametse taelo ya Morena. Ke tsamaile ka tsela eo Morena a ntaetseng hore ke, tsamaye ka yona. Ke thopile Akake, kgosi ya Baamaleke. Setjhaba sa Baamaleke sona ke se timeditse ho hang. Empa ho tse hapilweng, tse neng di tshwanetse ho timetswa, banna ba ile ba inkela dinku le dikgomo tse ntlentle, ho tla etsetsa Morena Modimo wa hao, sehlabelo mona Gilegale.” Samuele a re: “Na Morena o kgahlwa ke nyehelo tsa setjheso, na o kgahlwa le ke wona mahlabelo, jwalokaha a kgahlwa ke ho mamela taelo ya hae? ho ikokobetsa ho molemo ho feta sehlabelo, ho mamela ho molemo ho feta mafura a dipheleu. Ho fetohela Morena ke sebe se kang boloi, manganga ke sebe se kang ho rapela medimo esele. Kahobane o furaletse taelo ya Morena, le yena o o furaletse hore o se be kgosi!” Saule a re ho Samuele: “Ke sitilwe, hobane ke tlotse taelo ya Morena, le ditaelo tsa hao ke di furaletse. Ke ile ka tshaba setjhaba, mme ka mamela lentswe la sona. Ka baka leo, ke a o rapela: Ntshwarele sebe sa ka, mme o kgutle le nna, ke yo kgumamela Morena.” Samuele a re ho Saule: “Nke ke ka kgutla le wena, hobane wena o furaletse taelo ya Morena; le Morena o se a o furaletse hore o se be kgosi ya Iseraele.” Ha Samuele a reteleha, a tsamaya, Saule a tshwara qola ya kobo ya hae, mme ya taboha. Samuele a re ho Saule: “Ka letsatsi lena, Morena o hahotse mmuso wa Iseraele matsohong a hao, mme o o neile e mong ya lokileng ho o feta. Modimo, e leng tlotla ya Iseraele, a ke ke a bua leshano, kapa a fetola maikutlo a hae. Yena hase motho, hoo a ka fetolang maikutlo a hae.” Yaba Saule o re: “Ke sitilwe! Leha ho le jwalo ke a o rapela: Ako ntlotle moo baholo ba setjhaba sa ka ba leng teng, le moo Baiseraele ba leng teng, mme o kgutle le nna, e le hore ke tle ke yo kgumamela Morena.” Yaba Samuele o kgutla le Saule, mme Saule a kgumamela Morena. Yaba Samuele o re: “Ntlisetseng Akake, kgosi ya Baamaleke.” Akake a ya ho Samuele a thabile. Yaba Akake o re: “Ruri bohloko ba lefu bo fetile!” Samuele a re: “Jwalokaha sabole ya hao e ile ya bolaela basadi bana ba bona, hara basadi bao, mmao le yena o tla bolaelwa ngwana.” Samuele a kgabelaka Akake dikotwana, moo Morena a ntseng a bona, a le Gilegale. Yaba Samuele o ikela Rama. Saule yena a ikela tlung ya hae e Gibea, motseng wa Saule. Samuele a se ke a hlola a ya bona Saule, ho fihlela Saule a be a eshwa. Empa Samuele a llela Saule, mme Morena a swaba ha a ile a etsa hore Saule e be kgosi ya Iseraele. Morena a re ho Samuele: “O tla llela Saule ho le hokae, ha e le moo ke mo furaletse, hore e se be kgosi ya Iseraele? Tlatsa lenaka la hao ole, mme o tsamaye. Ke tla o romela ho Jese wa Betlelehema, hobane ke ikgethetse kgosi hara bara ba hae.” Samuele a re: “Ke tla ya jwang? Haeba Saule a ka utlwela taba ena o tla mpolaya!” Morena a re: “O tle o nke sethole, o re: Ke tlile ho etsetsa Morena sehlabelo. Ebe o bitsetsa Jese sehlabelong sena, mme ke tla o tsebisa seo o tla se etsa. O tla ntlotsetsa eo ke tla o bolella yena.” Samuele a etsa seo Morena a mo laetseng sona, mme a fihla Betlelehema. Baholo ba motse oo ba mo kgahlanyetsa ba ntse ba thothomela, mme ba re: “Na o tlile ka kgotso?” Yaba Samuele o re: “E, ke tlile ka kgotso, ho tla etsetsa Morena sehlabelo. Itlhwekiseng, le tle le nna sehlabelong.” A hlwekisa Jese le bara ba hae, a ba bitsetsa sehlabelong. Ha ba se ba fihlile, Samuele a bona Eliabe, mme a re: “Ruri motlotsuwa wa Morena ke enwa kapele ho Morena.” Empa Morena a re ho Samuele: “O se ke wa tadima sebopeho sa hae, kapa bophahamo ba seemo sa hae, hobane ha ke mo amohele. Morena ha a tadime jwalokaha motho a tadima. Motho o tadima sebopeho se kantle, athe Morena yena o tadima pelo.” Yaba Jese o bitsa Abinadabe, a re a fete kapele ho Samuele, empa Samuele a re: “Le enwa Morena ha a ya mo kgetha.” Jese a re Shamma a fete kapele ho Samuele. Samuele a boela a re: “Le enwa Morena ha a ya mo kgetha.” Jese a re bara ba hae ba supileng ba fete kapele ho Samuele, empa Samuele a re ho Jese: “Le ho bona bana Morena ha a ya kgetha.” Samuele a re ho Jese: “Na ha o sa na bara ba bang?” Jese a re: “Wa ho fela o sa le teng, feela yena ke modisana wa dinku.” Samuele a re ho Jese: “Roma motho a yo mo lata, hobane re ke ke ra ba ra ja a eso ka a fihla mona.” Jese a roma motho ho mo lata, mme a tla le yena. O ne a le mosehla ka lebala, mahlo a hae a le matle, sebopeho sa hae se kgahleha. Jwale Morena a re: “Ema, o mo tlotse, hobane enwa ke yena.” Samuele a nka lenaka la ole, mme a mo tlotsa bana babo ba ntse ba le teng. Ho tloha ka letsatsi leo, ho ya pele, Moya wa Morena wa theohela hodima Davida ka matla. Yaba Samuele o a tsamaya, o boela Rama. Jwale Moya wa Modimo o ne o se o tlohile ho Saule, mme moya o ditshila, o rometsweng ke Morena, o mo tshwenya. Yaba bahlanka ba Saule ba re ho yena: “Bona, moya o ditshila, o tswang ho Morena, o a o tshwenya. Monghadi wa rona, ako laele hore rona bahlanka ba hao, ba nang le wena mona, re batle monna eo e leng seletsi sa sebele sa harepa, e le hore ha moya ona o ditshila, o tswang ho Modimo, o o fihlela, a tle a e letse, ebe o a hlaphohelwa.” Saule a re ho bahlanka ba hae: “Mpatleleng monna ya tsebang ho letsa hantle, le mo tlise ho nna mona.” E mong wa bahlankana a araba, a re: “Ke bone mora wa Jese wa Betlelehema, ya tsebang ho letsa harepa hantle. Ke monna wa senatla, le mohlabani ya sebete, ebile ke kgeleke ha a bua. Ke monna ya sebopeho se kgahlehang, mme Morena o na le yena.” Saule a romela maqosa ho Jese, a re: “Nthomelle Davida, mora wa hao, eo e leng modisana wa dinku.” Jese a nka tonki e belesitsweng bohobe, le lekuka la veine, le potsanyane, mme a roma mora wa hae Davida ho di isetsa Saule. Davida a fihla ho Saule, a ema kapele ho yena. Saule a mo rata haholo, mme ya eba yena mojari wa dihlomo tsa Saule. Saule a romela molaetsa ho Jese, a re: “Ke a o rapela: Ako dumelle Davida hore a dule le nna, a ntshebeletse, hobane ke a mo rata.” E ne e ye ere ha moya o ditshila, o tswang ho Modimo, o fihletse Saule, Davida a nke harepa, a e letse, ebe Saule o a hlaphohelwa, o phela hantle; moya o ditshila oo ebe o tswa ho Saule. Bafilesita ba kgobokanya mabotho a bona hore a ye ntweng; ba a kgobokanya Soko e naheng ya Juda. Ba hloma pakeng tsa Soko le Aseka e naheng ya Efese-Damime. Bo-Saule le banna ba Iseraele le bona ba kgobokana, ba hloma ka kgohlong ya Ela, mme ba thea theko ya ntwa ho lwantsha Bafilesita. Bafilesita ba ne ba eme hodima thaba, ka lehlakoreng lane, Baiseraele le bona ba eme hodima thaba, ka lehlakoreng lena, kgohlo e le pakeng tsa bona. Diahelong tsa Bafilesita ha tswa seqhobanehadi. Lebitso la sona e ne e le Goliate, a etswa Gate. Bolelele ba sona e ne e batla e le dimethara tse tharo. Hloohong se ne se rwetse katiba ya lethose, se apere baki e entsweng ka dipapetlwa tsa lethose, tse rokahantsweng, mme boima ba baki eo ya sona e le dikilo tse ka bang mashome a mahlano a metso e supileng. Ditlhafung se ne se rwetse dikgohlopo tsa lethose, lehetleng se jere mophekapheka wa lerumo la lethose. Theko ya lerumo la sona e ne e le kalo ka mofeng wa motjhine o ohlang, hlooho ya lerumo leo e le boima ba dikilo tse supileng. Mojari wa thebe ya sona o ne a se eteletse pele. Goliate a ema, a howeletsa mabotho a Baiseraele, a re: “Ke ka baka lang ha le futuha ka mabotho? Nna ke Mofilesita, lona le makgoba a Saule! Kgethang monna hara lona mono, a theohele ho nna mona! Haeba monna eo a ka ntwantsha, a mpolaya, rona re tla ba makgoba a lona, empa haeba nka mo hlola, ka mmolaya, lona le tla ba makgoba a rona, le re sebeletse!” Mofilesita eo a boela a re: “Kajeno ke phephetsa mabotho a Baiseraele. Mpheng monna, re tlo lwana!” Ha Saule le Baiseraele bohle ba utlwa mantswe a Mofilesita eo, ba tshoha, ba tshaba haholo. Davida e ne e le mora wa Moeferata wa Betlelehema e Juda, eo lebitso la hae e neng e le Jese, ya neng a ena le bara ba robedi. Mehleng ya Saule, Jese o ne a se a tsofetse, e le e mong wa maqheku. Bara ba Jese ba baholo, ba bararo, ba ne ba ile ntweng le Saule. Mabitso a bara bao ba hae ba bararo, ba neng ba ile ntweng, e ne e le Eliabe, letsibolo la hae, le Abinadabe ya mo hlahlamang, le Shamma, wa boraro. Davida e ne e le yena wa ho fela. Baholwane ba hae ba bararo ba ne ba ile ntweng le Saule. Davida o ne a ye a etele Saule, mme a boele a kgutlele Betlelehema ho ya alosa dinku tsa ntatae. Mofilesita eo o ne a ye a tle hoseng ho hong le ho hong, le mantsiboya a mang le a mang, a nne a sasanke, mme hona a ho etsa ka matsatsi a mashome a mane. Yaba Jese o re ho Davida, mora wa hae: “Nka dikilo tse leshome tsa koro e hadikilweng, le dinkgwa tse leshome, o phakise o di ise diahelong, ho bana beno. Direledi tsena tse leshome o di ise ho molaodi wa ba sekete. O botse bana beno hore na ba ntse ba phela jwang, o be o ntlele le se pakang hore ba ntse ba phela hantle. Saule, le bana beno, le banna bohle ba Baiseraele, ba ntse ba lwana le Bafilesita ka kgohlong ya Ela.” Davida a tsoha e sa le ka madungwadungwana, a siya dinku le modisana e mong; a nka dijo, a tsamaya jwalokaha Jese a ne a mo laetse. A fihla diahelong tsa Baiseraele ka nako eo lebotho le neng le etswa, le eya lebaleng la ntwa. Lebotho le ne le ntse le hlaba mokgosi wa ntwa. Baiseraele le Bafilesita ba thea theko ya ntwa, mabotho a tjamelana. Davida a siya thoto ya hae matsohong a molebedi, a mathela thekong ya ntwa. Ha a fihla teng a dumedisa bana babo, a ba botsa bophelo. Yare a sa ntsane a bua le bona, a bona seqhobanehadi se se se etla. Lebitso la sona e ne e le Goliate wa Mofilesita wa Gate, a etswa mabothong a Bafilesita. O ne a ntse a pheta mantswe ao a nnileng a a bua pele ho mona. Davida a utlwa mantswe ao. Yare ha banna bohle ba Baiseraele ba bona monna eo, ba mmaleha, mme ba kenwa ke tshabo e kgolo. Jwale banna ba Baiseraele ba re: “Na le bona monna eo ya nyolohelang kwano? Ruri o nyolohela ho tla tlaka Baiseraele. Kgosi e tla putsa monna ya ka mmolayang, e mo nee leruo le lengata. E tla mo nea le moradi wa yona, e be e ntshe lelapa labo monna eo lekgethong le tlamang Baiseraele.” Davida a bua ho banna ba neng ba eme pela hae, a re: “Monna ya ka bolayang Mofilesita eo, mme a tlosa sekgobo hara Baiseraele, o tla putswa kang? Mofilesita eo wa leqai yena ke mang, a ka tlakang mabotho a Modimo ya phelang?” Banna ba mo araba ka ho pheta mantswe ao hape, ba re: “Ho tla etswa jwalo ho monna ya ka bolayang Mofilesita eo.” Eliabe, moholwane wa hae, o ne a ntse a utlwa ha Davida a bua le banna bao. Bohale ba hae ba tlokomela Davida, mme a re: “O tlisitswe keng moo? Mohlatswana ola wa dinku o o siile le mang, kwa lehwatateng? Ke tseba boikakaso ba hao, le pelo ya hao e mpe! O tlile kwano feela hore o tlo shebella ntwa!” Davida a re: “Ke entseng jwale? Na ha ke a tshwanela ho botsa?” Davida a furalla Eliabe, a tadima ka ho e mong. A mmotsa yona potso eo a e botsitseng. Banna bao ba nna ba mo araba jwaloka pele. Ha batho ba utlwa mantswe a Davida ba tsebisa Saule, mme yena a re Davida a bitswe. Davida a re ho Saule: “Ho se be le ya mong ya nyahamang pelo ka baka le Mofilesita enwa. Nna, mohlanka wa hao, ke tla ya, ke yo lwantsha Mofilesita enwa!” Empa Saule a re ho Davida: “O ke ke wa ba wa lwantsha Mofilesita eo, hobane o sa le moshanyana. Yena haesale e le mohlabani ho tloha botjheng ha hae.” Yaba Davida o re ho Saule: “Mohlanka wa hao o alosa dinku tsa ntatae. Ha tau kapa bere e hlaha, mme e hlasinya konyana kahara mohlape, ke ye ke e lelekise, ke e otle, ke pholose konyana e molomong wa yona. Ha tau eo, kapa bere eo, e ntwantsha, ke ye ke e tshware ka ditlena, ke e kgakgathe, ke e bolaye. Mohlanka wa hao o se a ile a bolaya tau le bere. Mofilesita enwa wa leqai o tla shwa jwaloka e nngwe ya tsona, hobane o tlakile mabotho a Modimo ya phelang.” Davida a boela a re: “Morena ya nnamoletseng marong a tau, le marong a bere, o tla nnamolela matsohong a Mofilesita enwa.” Yaba Saule o re ho Davida: “Tsamaya, Morena o tla ba le wena!” Saule a apesa Davida seaparo sa hae sa ntwa, a mo rwesa katiba e entsweng ka lethose, a nto mo apesa baki e entsweng ka tshepe. Davida a tlamella sabole ya Saule hodima seaparo sa hae. A leka ho tsamaya, empa a hloleha, hobane o ne a sa tlwaela diaparo tsena. Davida a re ho Saule: “Ke sitwa ho tsamaya ka diaparo tsena, hobane ha ke a di tlwaela.” Yaba Davida o a di hlobola. A nka molamu wa hae, a kgetha majwe a mahlano a boreledi ka nokaneng, a a kenya ka pataneng ya hae, e leng kotla ya hae, letjeketjane le le ka letsohong la hae, a nto atamela ho Mofilesita. Mofilesita a nna a atamela ho Davida, mojari wa thebe ya hae a mo eteletse pele. Ha Mofilesita a ntse a qamaka, a bona Davida, mme a mo halala, hobane Davida e ne e le moshanyana, a le mosehla, sebopeho sa hae se kgahleha. Mofilesita a re ho Davida: “Na nna ke ntja, ha o ntlela ka molangwana tjee?” Mofilesita a rohaka Davida ka modimo wa hae, a re ho Davida: “Tloo kwano, ke tswe ke fepa dinonyana tsa lehodimo le dibatana tsa naha ka nama ya hao!” Yaba Davida o re ho Mofilesita: “O ntlela ka sabole, le ka lerungwana, le ka mophekapheka wa lerumo, empa nna ke tla ka lebitso la Morena wa mabotho, Modimo wa mara a Iseraele, ao o ntseng o a tlaka. Kajeno lena Modimo o tla neelana ka wena matsohong a ka; ke tla o bolaya, ke be ke o kgaole hlooho! Ka ditopo tsa mabotho a Bafilesita ke tla fepa dinonyana tsa lehodimo, le dibatana tsa naha, e le hore lefatshe lohle le tle le tsebe hore Modimo o teng Iseraeleng. Le letshwele lena lohle le tle le tsebe hore Morena ha a pholose ka sabole le lerumo feela, hobane ntwa ena ke ya Morena, mme o tla neelana ka lona matsohong a rona.” Eitse ha Mofilesita a ema, a etla, mme a atamela ho Davida, Davida a phakisa a mathela thekong ya ntwa, ho ya kgahlanyetsa Mofilesita eo. Davida a kenya letsoho la hae ka kotleng ya hae, a ntsha lejwe, a le betsa ka letjeketjane, la bata Mofilesita phatleng. Lejwe leo la fohlotsa phatla ya Mofilesita, mme Mofilesita a re ka sefahleho fatshe polopoqo! Davida a hlola Mofilesita ka letjeketjane le ka lejwe. A bata Mofilesita, a mmolaya, empa Davida a ne a sa nka sabole. Yaba Davida o mathela ho Mofilesita, o fihla a mo okamela, a tsomula sabole ya Goliate selateng sa yona, a mmolaya ka ho mo kgaola hlooho ka sabole eo. Ha Bafilesita ba bona hore senatla sa bona se shwele, ba phasaphasa. Jwale banna ba Iseraele le banna ba morabe wa Juda ba raoha, ba hlaba mokgosi, ba phaladisa Bafilesita ho ya fihla Gate, le dikgorong tsa Ekerone. Mahlatsipa a Bafilesita ba weleng a etsa mohoula ho tloha Shaaraime, ho ya fihla Gate, le ho ya fihla Ekerone. Ha bana ba Iseraele ba kgutla ho tswa phaladisa Bafilesita, ba fihla ba hapa tse ka diahelong tsa Bafilesita. Davida a nka hlooho ya Mofilesita, a e isa Jerusalema, empa dihlomo tsa Mofilesita tsona a di bea ka tenteng ya hae. E ne e ile yare ha Saule a bona Davida a etswa ho ya lwana le Mofilesita, a re ho Abinere, molaodi wa lebotho: “Abinere, moshanyana eo ke mora wa mang?” Abinere a re: “Ke hlapanya ka kgosi ya ka e phelang: Ha ke tsebe!” Kgosi ya re: “Tsamaya o yo botsa hore na moshanyana eno ke mora wa mang.” Ha Davida a kgutla ho tswa bolaya Mofilesita, Abinere a mo nka, a mo hlahisa kapele ho Saule, Davida a ntse a nkile hlooho ya Mofilesita ka matsoho. Saule a re ho Davida: “O mora wa mang, wena mohlankana?” Davida a re: “Ke mora wa Jese, mohlanka wa hao wa Betlelehema.” Ha Davida a se a qetile ho bua le Saule, moya wa Jonathane wa kgomarelana le moya wa Davida, mme Jonathane a rata Davida jwalokaha a ithata. Ka lona letsatsi leo, Saule a nka Davida, a se ke a mo dumella ho hlola a kgutlela tlung ya ntatae. Bo-Jonathane le Davida ba etsa selekane, hobane Jonathane o ne a rata Davida jwalokaha a ithata. Jonathane a hlobola seaparo seo a neng a se apere, a se nea Davida. A mo nea le baki e entsweng ka tshepe, le sabole ya hae, le seqha sa hae, le leqhama la hae. Hohle moo Saule a neng a roma Davida teng, o ne a atleha, hoo Saule a bileng a mo e etsa mookamedi wa bahlabani. Hona ha thabisa setjhaba sohle, le balaodi ba Saule ba mabotho. Ha Davida a kgutla le mabotho, a tswa bolaya Goliate, basadi ba tswa metseng yohle ya Iseraele, ba tla ba bina, ba bile ba etsa motjeko, ho kgahlanyetsa kgosi Saule. Ba ne ba letsa meropa le diharepa, ka thabo. Basadi ba neng ba etsa motjeko ba ne ba bina, ba re: “Saule o bolaile ba hae ba dikete, Davida yena o bolaile ba kete tsa dikete.” Saule a halefa haholo, a se ke a thabiswa ke puo ena, mme a re: “Ba re Davida o bolaile ba dikete tsa dikete, empa nna ba re ke bolaile ba dikete! Eba o sa saletswe ke eng, haese mmuso feela?” Saule a honohela Davida ke hona, haesale ho tloha mohlang oo, ho ya ho ile. Ka letsatsi le hlahlamang moya o ditshila, o tswang ho Modimo, wa theohela hodima Saule ka matla. Saule a halefa jwaloka lehlanya, a le ka tlung ya hae. Davida a letsa harepa ya hae jwalokaha a nne a etse ka matsatsi wohle, Saule yena a tshwere lerumo. Saule a betsa lerumo, hobane o ne a re: “Ke tla hlabella Davida leboteng.” Empa Davida a qoba lerumo leo habedi. Saule o ne a tshaba Davida, kahobane Morena o ne a ena le Davida, a furaletse Saule. Ka baka leo, Saule a tlosa Davida ho yena, a mo etsa molaodi wa ba sekete. Davida o ne a futuha, a be a kgutle a ntse a eteletse bahlabani pele. Davida o ne a atleha ho tsohle tseo a di etsang, hobane Morena o ne a ena le yena. Ha Saule a bona hore Davida o a atleha, a mo tshaba le ho feta. Empa Baiseraele bohle le ba morabe wa Juda, ba ne ba rata Davida, hobane o ne a futuha, a be a kgutle a ntse a ba eteletse pele. Saule a re ho Davida: “Merabe, moradi wa ka wa matsibolo, ke enwa, ke o nea yena hore e be mosadi wa hao. Feela wena o be mohlabani wa ka ya sebete, o lwane dintwa tsa Morena.” Ka pelong ya hae Saule o ne a re: “A se ke a bolawa ke nna, a mpe a bolawe ke Bafilesita.” Empa Davida a re ho Saule: “Nna ke mang? Hona leloko la ka, kapa lelapa leso, ke eng moo naheng ya Iseraele, hoo nka bang mokgwenyana wa kgosi?” Yare ha Merabe, moradi wa Saule, a tshwanela ho newa Davida, yaba o newa Adariele wa Mehola, hore e be mosadi wa hae. Jwale Mikale, moradi wa Saule, o ne a rata Davida. Batho ba bolella Saule, mme hoo ha mo thabisa. Saule a re: “Ke tla mo nea Mikale, hore e tle e be leraba ho yena, Bafilesita ba tle ba mmolaye.” Saule a re ho Davida: “Kajeno lena, o tla ba mokgwenyana wa ka, ka baka la moradi wa ka wa bobedi.” Saule a laela bahlanka ba hae, a re: “Buang le Davida ka lekunutu, le re: Bona mona, kgosi e a o rata, le bahlanka ba yona bohle ba a o rata; ka baka leo, eba mokgwenyana wa kgosi. ” Bahlanka ba kgosi ba tsebisa Davida ditaba tsena. Yaba Davida o re: “Le bona e le ntho e ka etsahalang, ya hore ke be mokgwenyana wa kgosi, empa ke le mofutsana ya sa hlompheheng?” Bahlanka ba Saule ba mmolella, ba re: “Davida o buile tjena le tjena.” Yaba Saule o re: “Le tle le bolelle Davida tjena: Kgosi ha e batle bohadi, e ipatlela feela maeko a lekgolo a Bafilesita, hore kgosi e iphetetse ho dira tsa yona. ” Saule o ne a hopola hore hoo ho tla etsa hore Davida a bolawe ke Bafilesita. Bahlanka ba kgosi ba tsebisa Davida ditaba tsena, mme Davida a thabela hore e tle e be mokgwenyana wa kgosi. Pele ho letsatsi la lenyalo, Davida a tsoha, a tsamaya le banna ba hae, a bolaya Bafilesita ba makgolo a mabedi. Davida a tlisa maeko a Bafilesita, a a nea kgosi, palo ya wona e feletse, hore e tle e be mokgwenyana wa kgosi. Jwale Saule a mo nea Mikale, moradi wa hae, hore e be mosadi wa hae. Ha Saule a bona, a bile a tseba, hore Morena o na le Davida, le hore moradi wa hae Mikale o rata Davida, a nna a eketsa ho tshaba Davida. Ka matsatsi wohle a ho phela ha hae, Saule a hloya Davida. Mahosana a Bafilesita a futuha, empa kamehla ha a ne a futuha, Davida o ne a a hlola ho feta balaodi bohle ba Saule, mme lebitso la hae la tuma haholo. Saule a bolella Jonathane, mora wa hae, le bahlanka ba hae bohle, hore ba bolaye Davida. Empa Jonathane, mora wa Saule, o ne a rata Davida haholo. Jonathane a bolella Davida, a re: “Saule, e leng ntate, o rata ho o bolaya. Ka baka leo, ke a o rapela: Hosasane o itlhokomele, o ipate moo ho seng motho ya tsebang. Nna ke tla tswa le ntate, ke eme pela hae ha a le naheng, moo o tla be o ipatile teng, ebe ke bua ka wena ho yena. Ke tla o bolella seo ke tla se utlwa.” Jonathane a bua Davida hantle ho Saule, ntatae, a re ho yena: “Kgosi e se ke ya sitelwa Davida, mohlanka wa yona, hobane Davida ha a a o sitelwa, etswe le diketso tsa hae e bile tse ntle ho wena. O ile a ipea kotsing, a bolaya Mofilesita, mme ka yena Morena a namolela Baiseraele bohle ka mokgwa o hlollang. Le wena o bone, wa ba wa thaba. Jwale ke ka baka lang ha o rata ho sitelwa madi a se nang molato ka ho bolaya Davida ntle ho lebaka?” Saule a mamela keletso ya Jonathane, mme a hlapanya, a re: “Ka Morena ya phelang, Davida ha a ka ke a bolawa.” Yaba Jonathane o bitsa Davida, o mmolella ditaba tsena tsohle. Jonathane a tlisa Davida ho Saule, mme Davida a boela a phela pela Saule jwaloka pele. Ha boela ha qhoma ntwa. Davida a futuha, a lwantsha Bafilesita; a ba etsa mofela hoo ba bileng ba mmaleha. Moya o mobe, o tswang ho Morena, wa theohela hodima Saule ha ntse a dutse ka tlung ya hae, a tshwere lerumo, Davida yena a ntse a letsa harepa. Saule a leka ho hlabella Davida leboteng ka lerumo. Empa Davida a re thee! Yaba Saule o hlaba lebota ka lerumo. Davida a baleha, mme a phonyoha hona bosiung boo. Ka bona bosiu boo Saule a romela maqosa ho ya lalla Davida tlung ya hae, e le hore a tle a mmolaye ka la hosasane. Empa Mikale, mohatsa Davida, a mo tsebisa taba ena, a re: “Haeba o ke ke wa baleha bosiung bona, hosasane o tla bolawa.” Mikale a lepelleletsa Davida kantle, ka fesetere. Davida a ipha dimenyane, a phonyoha. Jwale Mikale a nka modingwana wa lelapa, a o robatsa diphateng, a o samela mosamo wa boya ba dipodi, a o apesa kobo. Saule a romela maqosa ho ya tshwara Davida, empa Mikale a re: “Davida o a kula.” Saule a romela maqosa hore a yo bona Davida, a ba a re ho wona: “Le mo tlise kwano ka diphate tsa hae, ke tlo mmolaya!” Eitse ha maqosa a kena ka ha Davida, a fumana modingwana wa lelapa o sametsweng mosamo wa boya ba dipodi, o robaditswe diphateng. Saule a re ho Mikale: “Ke ka baka lang ha o nthetsitse tjee, o bile o tlohetse le sera sa ka se iketse, se phonyohile?” Mikale a re ho Saule: “O ile a re ho nna: Ntlohele ke tsamaye, ho seng jwalo ke tla o bolaya! ” Yaba Davida o a phonyoha, o a baleha, a ba a ya fihla Rama, ho Samuele. A phetela Samuele tsohle tseo Saule a mo entseng tsona. Bo-Davida le Samuele ba tsamaya, ba ya phela Naiote. Saule a tsebiswa, ha thwe: “Davida o Naiote.” Jwale Saule a roma maqosa ho ya tshwara Davida. Ha maqosa a bona sehlopha sa baporofeta se ntse se porofeta, Samuele a se eteletse pele, Moya wa Modimo wa theohela hodima maqosa ao a Saule, mme le wona a porofeta. Ha Saule a tsebiswa taba ena, a boela a roma maqosa a mang, mme le wona a fihla a porofeta. Saule a boela a roma maqosa lekgetlo la boraro, mme le wona a fihla a porofeta. Jwale Saule a ikisa Rama ka nama, a fihla sedibeng se seholo se Seku. A botsa, a re: “Bo-Samuele le Davida ba kae?” E mong a re: “Ba Naiote e Rama.” A tloha moo, a ya Naiote e Rama. Yaba Moya wa Morena o theohela le hodima Saule, a tsamaya a ntse a porofeta, a ba a ya fihla Naiote e Rama. Le yena a hlobola diaparo tsa hae, a porofeta kapele ho Samuele. A qeta letsatsi leo lohle, le bosiu boo bohle, a paqame fatshe, a tsotse. Ke kahoo ho bileng le polelo e reng: “Na Saule le yena ke e mong wa baporofeta?” Jwale Davida a baleha Naiote e Rama, a ya ho Jonathane, a fihla a re ho yena: “Ebe ke entseng? Bokgopo ba ka ke bofe? Ke sitetswe ntatao ka eng, ha e le moo a batla ho mpolaya tjee?” Jonathane a re ho yena: “Hase ntho e ka etsahalang eno! O ke ke wa ba wa bolawa! Ha ho letho le leholo kapa le lenyenyane, leo ntate a ka le etsang a sa mpolella lona. Jwale a ka mpatela taba ee hobaneng? Ha ho jwalo!” Davida a boela a hlapanya, a re: “Ntatao o tseba hantle hore o nthata haholo; ke ka baka lena a itseng: Jonathane a se ke a tseba taba ena, esere ya mo utlwisa bohloko. Ruri ke hlapanya ka Morena ya phelang, le ka wena: Bophelo ba ka bo itshwareletse ka ntekeletsane.” Yaba Jonathane o re ho Davida: “O rata ha ke o etsetsa eng?” Davida a re ho Jonathane: “Bona mona, hosasane kgwedi e tla be e thwasitse, mme ke lokela ho ba dijong le kgosi. Ntumelle ke tsamaye, ke yo ipata naheng, ho fihlela ka phirimana ya letsatsi la boraro. Ha ntatao a bona ke le siyo, o tle o re ho yena: Davida o ile a nqophella hore ke mo dumelle a potlakele motseng wa habo wa Betlelehema, hobane hona teng lelapa labo lohle le tla etsa sehlabelo se etswang ka selemo le selemo. Haeba a ka re: Ho lokile, mohlanka wa hao o tla phutholoha, empa haeba a ka halefa, o tsebe hore o ntheretse bobe. Ka baka lena, tshepahala ho mohlanka wa hao, hobane yena le wena le entse selekane sa Morena. Empa haeba ke entse bokgopo, ke hle ke bolawe ke wena ka sebele sa hao. O tla be o nkisetsang ho ntatao?” Yaba Jonathane o re: “O se ke wa hopola ntho e jwalo! Haeba ke ne ke tseba hore ntate o o reretse bobe, na ke ne nke ke ka o bolella?” Davida a botsa Jonathane, a re: “Ke mang ya tla ntsebisa haeba ntatao a o arabile hampe?” Jonathane a re ho Davida: “Tloo, re ya hara naha.” Bobedi ba bona ba tsamaya, ba ya hara naha. Jonathane a boela a re ho Davida: “Morena Modimo wa Iseraele, e be paki! Hosasane, ka yona nako ena, kapa ka letsatsi la boraro, ke tla botsa ntate. Haeba a o hopoletse tse molemo, ke tla o tsebisa. Empa haeba ntate a ikemiseditse ho o etsa hampe, Morena le yena a nketse jwalo, le ho feta moo, haeba nna nke ke ka o tsebisa, ka ba ka o lokolla hore o itsamaele ka kgotso. Morena a ke a be le wena jwalokaha a bile le ntate. Ha ke ntse ke phela, o mpontshe lerato la Morena, empa haeba ke eshwa, o se ke wa kgaotsa ho rata lelapa la ka kamehla yohle; esita leha Morena a se a timeditse dira tsohle tsa Davida lefatsheng.” Yaba Jonathane o etsa selekane le ba ntlo ya Davida, o re: “Morena a ke a iphetetse ho dira tsa Davida.” Jonathane a re Davida a hlapanye hape hore o tla mo rata, hobane Jonathane le yena o ne a rata Davida jwalokaha a ithata. Jonathane a re ho Davida: “Hosasane kgwedi e tla be e thwasitse, mme ho tla bonahala hore ha o yo, hobane setulo sa hao se tla be se se na motho. Ka letsatsi la boraro bosiyo ba hao bo tla bonahala haholo; jwale o tle o ye sebakeng seo o neng o ipatile ho sona mohla monene, o ipate kamora qubu ya majwe. Nna ke tla betsetsa metsu e meraro ka nqa ya moo o ipatileng teng, jwalokaha eka ke betsa pakane. Jwale ke tla roma moshanyana, ke re ho yena: Tsamaya o yo batla metsu yane. Ha nka ka re ho moshanyana eo: Bona, metsu e ka kwano ho wena, e nke! jwale wena Davida o tle, hobane ke hlapanya ka Morena ya phelang, kgotso e tla be e le teng, mme o ke ke wa tswa kotsi. Empa ha nka ka re ho moshanyana: Bona, metsu e ka nqane ho wena! wena o tle o tsamaye, hobane ke Morena ya reng o tsamaye. Ha e le tabeng eo rona le wena re buileng ka yona, tseba hore Morena o pakeng tsa rona le wena kamehla yohle.” Davida a ya ipata naheng. Ha kgwedi e se e thwasitse kgosi ya dula, ya eja. Jwaloka kamehla, kgosi ya dula setulong sa yona se pela lebota. Jonathane a dula a shebane le kgosi, Abinere yena a dula lehlakoreng la Saule; feela setulong sa Davida ho ne ho se na motho. Empa ka letsatsi leo Saule a se ke a bua letho, hobane monahano wa hae o ne o re: “O hlahetswe ke ho hong, o sesila, ruri ha a ya hlweka.” Ka letsatsi la bobedi, e leng le hlahlamang la ho thwasa ha kgwedi, setulo sa Davida se ne se ntse se se na motho. Jwale Saule a re ho mora wa hae Jonathane: “Ke ka baka lang ha maobane le kajeno mora wa Jese a sa tla dijong?” Jonathane a araba Saule, a re: “Davida o ile a nqophella hore ke mo dumelle a ye Betlelehema, a re: Ke a o rapela: Ako ntumelle ke tsamaye, hobane lelapa leso le tla etsa sehlabelo motseng, heso, mme moholwane o ntaetse hore ke be teng. Jwale haeba o fela o nthata, ke a o rapela: Ntumelle ke tsamaye, ke yo bona bana beso. Ke ka lebaka lena Davida a sa tlang dijong tsa kgosi.” Kgalefo ya Saule ya tlokomela Jonathane, a re ho yena: “Sekgaupane towe! O re ekaba ha ke tsebe hore o motswalle wa mora wa Jese! O a itlontlolla, o bile o tlontlolla le bofeela ba mmao! Ha feela mora enwa wa Jese a sa ntsane a phela lefatsheng mona, o ke ke wa ba wa mona bokgosi! Ka baka leo, roma maqosa a yo mo lata, a mo tlise kwano, hobane o tlameha ho shwa!” Jonathane a araba ntatae Saule, a re ho yena: “O bolaelwang? O entseng?” Saule a betsa Jonathane ka lerumo, a re o a mo hlaba. Jwale Jonathane a tseba hore ntatae o tiile, o batla ho bolaya Davida. Jonathane a ema, a tloha dijong a tlokoma ke kgalefo, mme ka letsatsi lena la bobedi la kgwedi a se ke a ja letho. O ne a utlwile bohloko ka baka la Davida, le kahobane ntatae o ne a mo tlontlolotse. Ka la hosasane Jonathane a ya naheng ka nako eo ba neng ba e ballane le Davida; a ya a ena le moshanyana. A re ho moshanyana eo wa hae: “Matha, o yo batla metsu eo ke tla e betsa!” Ha moshanyana a matha, Jonathane a betsetsa motsu ka nqane ho yena. Moshanyana a fihla moo Jonathane a betseditseng motsu teng. Jonathane a howeletsa moshanyana eo, a re: “Na motsu ha o ka nqela ho wena?” Jonathane a howeletsa moshanyana, a re: “Matha, o potlake, o se ke wa dieha!” Moshanyana wa Jonathane a bokella metsu, a kgutlela ho monga hae. Empa moshanyana yena o ne a sa tsebe letho; ke Jonathane le Davida feela ba neng ba tseba hore na hona ho bolelang. Jonathane a nea moshanyana dihlomo tsa hae, a ba a re ho yena: “Di jare, o di ise motseng.” Hoba moshanyana a tsamaye, Davida a ema, a tloha kamora qubu ya majwe, a itihela fatshe ka sefahleho, a obama kapele ho Jonathane hararo. Bo-Jonathane le Davida ba akana, ba llelana, ho fihlela sello sa Davida se feta sa Jonathane. Jwale Jonathane a re ho Davida: “Tsamaya ka kgotso, hobane rona ba babedi re ikanne ka lebitso la Morena, ra re: Morena o tla ba le rona ba babedi, a be a be le ditloholo tsa rona kamehla yohle! ” Davida a ema, a itsamaela. Jonathane yena a kgutlela motseng. Davida a fihla Nobe, ho moprista Ahimeleke. Ahimeleke a tla a ntse a thothomela, a tlilo kgahlanyetsa Davida. A re ho Davida: “Ke ka baka lang ha o le mong, o se na le motho e mong?” Davida a re ho moprista Ahimeleke: “Kgosi e ntaetse hore ke etse ho hong, mme ya re ho nna: O se ke wa bolella motho seo ke o romileng sona, le seo ke o laetseng sona. Ke itse bahlanka ba ka ba yo kopana le nna sebakeng se seng. Ekaba ho jewang? Na o na le dinkgwa tse hlano? Ako mphe tsona, kapa o mphe eng le eng e o nang le yona.” Moprista a araba Davida, a re: “Ha ke na bohobe bo ka jewang, haese bohobe bo halalelang feela. Ebe bahlanka ba hao ha ba a robala le basadi?” Davida a araba moprista, a re ho yena: “E se e le matsatsi a mararo re sa kopane le basadi. Ha ke tloha hae, bahlanka ba ka ba ne ba ntse ba hlwekile, le hoja re ne re inketse leeto feela; kajeno ba tla hlweka le ka ho fetisisa, hobane ba tla ja bohobe bo halalelang.” Yaba moprista o fa Davida bohobe bo halalelang, hobane bo jewang bo ne bo le siyo, haese feela bohobe bo halalelang, bo neng bo tswa tloswa kapele ho Morena, ho bewa bo botjha ha boo bo tloswa. Hona mohlang oo, ho ne ho ena le monna e mong wa bahlanka ba Saule, ya neng a tlamehile ho itlhahisa kapela Morena. Lebitso la hae e ne e le Doege wa Moedomo, e le mookamedi wa badisana ba Saule. Davida a re ho Ahimeleke: “Na ha o na lerumo kapa sabole? Nna ha ke a tla le sabole ya ka, kapa dihlomo tsa ka, hobane thomo ya kgosi e ne e potlakile.” Moprista a re: “Sabole ya Goliate wa Mofilesita, eo o mmolaetseng ka kgohlong ya Ela, e teng mona, e phuthetswe ka lesela, katlasa setipe. Haeba o e nka, e nke, hobane ha ho e nngwe ntle ho yona.” Davida a re: “Ha ho e kang yona; nnee yona.” Ka lona letsatsi leo Davida a ema a baleha ka baka la ho tshaba Saule, a ba a ya fihla ho Akishe, kgosi ya Gate. Bahlanka ba Akishe ba re ho yena: “Na eo hase Davida, kgosi ya naha ye? Na basadi ha ba a ka ba mmina metjekong, ba re: “ Saule o bolaile ba hae ba dikete, Davida yena o bolaile ba kete tsa dikete? ” Davida a boloka mantswe ana ka pelong ya hae, a tshaba Akishe, kgosi ya Gate haholo. Moo batho ba mmonang, Davida o ne a ye a iketsise; ere ha ba mo tshwara a itlhantshe, a ngwapake mamati a kgoro ya motse, a tlohele diqhenqhe di dutlele ditelung tsa hae. Yaba Akishe o re ho bahlanka ba hae: “Ha le ntse le bona hore motho eo o a hlanya, ke ka baka lang ha le ntse le mo tlisa ho nna? Na ha ke na mahlanya, hoo le ka ntlisetsang motho eo hore a tlo hlanyetsa ho nna? Na ke motho wa ho kena ka tlung ya ka yena eo?” Davida a tloha Gate, a balehela lehaheng la Adulame. Ha bana babo, le ba lelapa lohle la ntatae ba utlwela, ba theohela moo ho yena. Batho bohle ba ditsietsing, le ba melatong, le ba utlwileng bohloko, ba kgobokanela ho yena, ya eba mookamedi wa bona. Batho bao e ne e ka ba makgolo a mane. Davida a tloha moo; a ya Misepa e Moabe, mme a re ho kgosi ya Moabe: “Ke a o rapela: Ako dumelle ntate le mme hore ba tle mona, ba tlo dula le lona, ho fihlela ke tseba seo Modimo a tla nketsetsa sona.” Davida a tlisa ntatae le mmae kapele ho kgosi ya Moabe, ba dula le kgosi eo ka nako yohle eo Davida a neng a ntse a le qhobosheaneng ka yona. Moporofeta Gade a re ho Davida: “O se ke wa dula mona qhobosheaneng; tloha, o ye naheng ya Juda.” Yaba Davida o a tloha, o ya morung wa Herete. Saule a utlwela hore Davida le banna ba tsamayang le yena ba fumanwe. Saule o ne a le Gibea, a dutse leralleng, tlasa sefate sa tamarisika. Letsohong o ne a tshwere lerumo. Bahlanka ba hae bohle ba ne ba eme, ba mo potapotile. Yaba Saule o re ho bahlanka ba hae ba mo potapotileng: “Mamelang, lona Babenjamine! Na ebe mora eo wa Jese o tla nea e mong le e mong wa lona masimo le dirapa tsa morara? Na lona bohle o tla le etsa balaodi ba ba dikete, le balaodi ba ba makgolo, ha e le moo lona bohle le ile la nthera, mme ha se ke ha eba le ya mong ya ntomang tsebe ha mora wa ka le mora wa Jese ba etsa selekane? Ha ho le ya mong wa lona ya nkutlwelang bohloko, kapa ya ntsebisang hore mora wa ka o fuduha mohlanka wa ka hore a ntalle, jwalokaha ho le jwalo kajeno.” Jwale Doege wa Moedomo, eo e neng e le mookamedi wa badisana ba Saule, a araba, a re: “Ke ne ke bone mora wa Jese ha a fihla Nobe, ho Ahimeleke, mora wa Ahitube. Ahimeleke a botsa Morena hore na Davida a etse jwang. A mo fa dijo, a ba a mo nea le sabole ya Goliate wa Mofilesita.” Kgosi ya roma maqosa ho ya lata moprista Ahimeleke, mora wa Ahitube, yena le bohle ba lelapa la ntatae, le baprista ba Nobe. Bohle ba tla ho kgosi. Saule a re ho Ahimeleke: “Mamela jwale, wena mora wa Ahitube.” Ahimeleke a re: “Ke nna enwa, monga ka.” Saule a re ho yena: “Ke ka baka lang ha wena le mora wa Jese, le ile la nthera? O ile wa mo fa dijo, wa mo nea le sabole; wa ba wa mmotsetsa ho Modimo, hore na a etse jwang, a tle a ntsohele matla, a ntalle jwalokaha kajeno a entse!” Ahimeleke a araba kgosi, a re: “Hara bahlanka ba hao ke mang ya tshepahalang jwaloka Davida, mokgwenyana wa kgosi, ya mamelang ditaelo tsa hao, eo e leng yena molaodi wa balebedi ba hao, ya bileng a hlomphuwang lapeng la hae? Na kajeno ke lekgetlo la pele ke mmotsetsang ho Modimo? Tjhe! O se ke wa bona mohlanka wa hao le bohle ba lelapa la ntatae ba le molato. Mohlanka wa hao ha a tsebe le letho ka taba ena!” Kgosi ya re: “Ruri wena, Ahimeleke, le ba lelapa la ntatao, le tla bolawa!” Kgosi ya re ho balebedi ba neng ba e potapotile: “Tloong, le bolaye baprista ba Morena, hobane ba thusana le Davida. Ba bile ba tseba hore o balehile, empa ha ba a ka ba ntsebisa.” Empa bahlanka ba kgosi ba se ke ba bolaya baprista ba Morena. Yaba kgosi ya bona e re ho Doege: “Tloo, o bolaye baprista bana.” Doege wa Moedomo a tla, a bolaya baprista bao. Ka letsatsi leo a bolaya banna ba mashome a robedi a metso e mehlano ba neng ba apere ditipe tse entsweng ka masela a lene. A bolaya le baahi ba motse wa Nobe ka sabole, le dikgomo, le ditonki, le dinku. Empa Abiatare, e mong wa bara ba Ahimeleke, mora wa Ahitube, a phonyoha, mme a balehela ho Davida. Abiatare a bolella Davida hore Saule o bolaile baprista ba Morena. Davida a re ho Abiatare: “Ka letsatsi leo Doege wa Moedomo a neng a le mona ka lona, ke ne ke tsebe hore o tla phetela Saule ditaba. Batho bohle ba lelapa la ntatao ba bolailwe ka baka la ka. Dula le nna, o se ke wa tshaba, hobane ya batlang ho mpolaya, le wena o batla ho o bolaya. O tla sireletseha ha o le ho nna mona.” Davida a bolellwa, ha thwe: “Hela, Bafilesita ba futuhetse Keila, ba ntse ba nka dijo diotlong.” Yaba Davida o botsa Morena, o re: “Na nka futuhela Bafilesita baa?” Morena a re ho Davida: “Eya, o futuhele Bafilesita, mme o namolele motse wa Keila.” Empa banna ba Davida ba re ho yena: “Haesita re tshaba re sa le moo Juda, re tla tshaba ho le hokae ha re eya Keila ho lwantsha mabotho a Bafilesita?” Davida a boela a botsa Morena, mme Morena a mo araba, a re: “Ema, o theohele Keila, hobane ke tla neelana ka Bafilesita matsohong a hao.” Yaba Davida o ya Keila a ena le banna ba hae. A lwantsha Bafilesita, a hapa dikgomo tsa bona, mme a ba etsa mofela. Davida a namolela baahi ba Keila ka mokgwa ona. Ha Abiatare, mora wa Ahimeleke, a ne a balehela Keila ho Davida, o ne a ile a theoha a nkile setipe. Saule a tsebiswa hore Davida o fihlile Keila. Yaba Saule o re: “Modimo o neelane ka Davida matsohong a ka, hobane o ikentse lerabeng ka ho kena motseng o nang le dikgoro, le mekwallo.” Saule a bitsa bahlabani bohle hore ba ye ntweng, ba theohele Keila, ba yo thibella Davida le banna ba hae. Davida o ne a tseba hore Saule o ntse a mo rera ka lekunutu; yaba o re ho moprista Abiatare: “Tlisa setipe seo kwano!” Davida a re: “Oho, Morena Modimo wa Iseraele, mohlanka wa hao o utlwile hore Saule o tla Keila ho tla ripitla motse ona ka baka la ka. Na baahi ba Keila ba tla neelana ka nna matsohong a Saule? Na Saule o tla fela a theohele kwano jwalokaha mohlanka wa hao a utlwile? Oho, Morena Modimo wa Iseraele, ke a o rapela: Ako tsebise mohlanka wa hao.” Morena a re: “O tla theohela.” Yaba Davida o re: “Na baahi ba Keila ba tla neelana ka nna, le ka banna ba ka, matsohong a Saule?” Morena a re: “Ba tla neelana ka wena.” Yaba Davida le banna ba hae ba ka bang makgolo a tsheletseng ba a tsamaya, ba tloha Keila, ba nna ba lelera. Ha Saule a utlwa hore Davida o balehile Keila, yaba ha a sa futuha. Davida a phela diqhobosheaneng tse lehwatateng, le naheng e maralla e pela Sife. Saule a mo tsoma ka matsatsi wohle, empa Modimo ha a a ka a neelana ka Davida matsohong a hae. Davida a tseba hore Saule o tswile hae ho ya mo tsoma, a mmolaye. Davida o ne a le Horeshe lehwatateng la Sife; yaba Jonathane, mora wa Saule, a o tsamaya, o ya ho Davida Horeshe, mme a mo kgothaletsa hore a tshepe Modimo. Jonathane a re ho Davida: “Se tshabe, hobane Saule, e leng ntate, a ke ke a o fumana. O tla ba kgosi ya Iseraele, mme nna ke tla ba letsoho la hao le letona. Le Saule, e leng ntate, o tseba jwalo.” Bobedi ba bona ba etsa selekane kapele ho Morena; Davida a dula moo Horeshe, Jonathane yena a kgutlela ha hae. Jwale Basife ba nyoloha, ba ya ho Saule ha a le Gibea, ba re: “Davida o ipatile naheng ena ya rona, diqhobosheaneng tse Horeshe, lerallaneng la Hakila, le ka borwa ho lehwatata. Ka baka leo he, kgosi ya ka, haeba o rata ho theoha, theoha, mme rona re tla neelana ka yena matsohong a hao.” Saule a re: “Morena a ke a le hlohonolofatse, hobane lona le nkutlwela bohloko. Ke a le rapela he: Tsamayang, le yo batlisisa, le tsebe, le be le bone seforo sa hae. Le tsebe le hore na ke mang ya mmoneng moo, hobane ke boleletswe hore ke ramaqiti. Ka baka leo, hlokomelang, le tsebe diforo tsohle tseo a ipatang ho tsona, ebe le ntsebisa seo e leng nnete, mme ke tla ya le lona. Haeba a ntse a le naheng eo, ke tla mmatla hara setjhaba sohle sa Juda.” Basife bao ba tsamaya, ba kgutlela Sife, ba etella Saule pele. Davida le banna ba hae ba ne ba le lehwatateng la Maone, phuleng e ka borwa ho lehwatata. Saule le banna ba hae ba tsamaya ho ya batla Davida. Davida a tsebiswa taba ena, mme a theohela lefikeng, a ya phela lehwatateng la Maone. Ha Saule a utlwa taba ena, a phaladisa Davida ho ya fihla lehwatateng la Maone. Saule le banna ba hae ba pota thaba ka nqena, Davida le banna ba hae bona ba e pota ka nqane. Ka baka la ho tshaba Saule, Davida le banna ba hae ba baleha ka potlako, hobane Saule le banna ba hae ba ne ba leka ho kopela Davida le banna ba hae hare, hore ba tle ba ba tshware. Empa leqosa la fihla ho Saule, la re: “Potlaka, o kgutle, hobane Bafilesita ba futuhetse naha ena.” Yaba Saule o kgaotsa ho phaladisa Davida, o futuhela Bafilesita. Ka baka leo, sebaka seo ba se rea lebitso la Lefika la Karohano. Davida a tloha moo, a ya aha diqhobosheaneng tsa Ene-Gedi. Ha Saule a kgutla ho tswa phaladisa Bafilesita, batho ba mmolella, ba re: “Hela! Davida o lehwatateng la Ene-Gedi.” Saule a nka mokgetho wa banna ba dikete tse tharo setjhabeng sohle sa Iseraele, a tsamaya ho ya batla Davida le banna ba hae Mafikeng a Dipodi tsa Naha. Yaba Saule o fihla masakeng a dinku, a pela tsela, moo ho neng ho ena le lehaha teng; a kena ka lehaheng leo ho ya ithoma. Davida le banna ba hae ba ne ba keneletse kgotjheletsaneng ya lehaha. Jwale banna ba Davida ba re ho yena: “Lena ke lona letsatsi leo Morena a neng a bue ka lona ho wena, a re: Bona, ke tla neelana ka sera sa hao matsohong a hao, mme o tla iketsetsa borata ka sona. ” Yaba Davida o ema ka lenyele, o seha qola ya seaparo sa Saule. Kamorao ho mona letswalo la Davida la mo ja, hobane a ne a sehile qola ya seaparo sa Saule. Davida a re ho banna ba hae: “Morena a mpe a ntshware letsoho, ke se ke ka etsa ntho ena ho monga ka, motlotsuwa wa Morena. Ke se ke ka ba ka mo isa letsoho, hobane ke motlotsuwa wa Morena.” Davida a kgalemela banna ba hae ka mantswe ana, a se ke a ba dumella ho tsohela Saule matla. Yaba Saule o a ema, o tswa ka lehaheng, o ikela ka tsela ya hae. Hamorao Davida le yena a ema, a tswa ka lehaheng, a howeletsa Saule, a re: “Kgosi ya ka! Monga ka!” Ha Saule a hetla, Davida a obama, a isa hlompho. Davida a re ho Saule: “Ke ka baka lang ha o mamela batho ba reng: Itlhokomele, Davida o rata ho o ntsha kotsi?>*** Kajeno lena o bone kamoo Morena a neng a neelane ka wena matsohong a ka kateng, ha o le ka lehaheng. Ba bang ba ne ba re ke o bolaye, empa ke ile ka o hauhela, ka re: Nke ke ka isa monga ka letsoho, hobane ke motlotsuwa wa Morena. Hape ako bone, ntate: Bona qola ya seaparo sa hao ke ena ka letsohong la ka. Ke ile ka seha qola ya seaparo sa hao, empa ha ke a ka ka o bolaya. Bona he, o be o tsebe hore ha ke a o rerela bobe, kapa ho o fetohela. Ha ke a o sitelwa, empa wena o ntse o laletse hore o mpolaye. Morena a ke a ahlole pakeng tsa rona le wena, mme Morena e be mophetetsi wa ka ho wena. Empa nna nke ke ka o isa letsoho. Jwalokaha maele a baholoholo a bolela: Bokgopo bo etswa ke ba kgopo, empa nna nke ke ka o isa letsoho. “Ke mang eo kgosi ya Iseraele e tswileng bosele ka baka la hae? Ke mang eo e mo phaladisang? E phaladisa ntja e shweleng, kapa letsetse! Ka baka leo, Morena e ke e be yena moahlodi, a ahlole pakeng tsa rona le wena. A ke a bone, a mpuelle, a nnamolele matsohong a hao.” Hoba Davida a bue mantswe ana ho Saule, yaba Saule o re: “Davida, mora wa ka, na ke wena ya buang?” Saule a lla haholo. Jwale Saule a re ho Davida: “O lokile ho mpheta, hobane wena o nketseditse tse molemo, athe nna ke o putsitse ka tse mpe. Kajeno lena o mpontshitse kamoo o nketseng hantle kateng, hobane leha Morena a ne a neelane ka nna matsohong a hao, wena ha o a ka wa mpolaya. Ha motho a fumana sera sa hae, na a ka se tlohela sa ikela se ntse se phela? Morena a ke a o putse ka tse molemo, ka baka la seo o nketseditseng sona kajeno. Jwale ke a tseba hore o tla fela o be kgosi, mme mmuso wa Iseraele o tla thewa ke wena. Ka baka leo, ntlahapanyetse ka Morena hore o ke ke wa timetsa ditloholo tsa ka, le hore o ke ke wa fedisa lebitso la ka tlung ya ntate.” Davida a hlapanyetsa Saule; Saule a ikela ha hae, empa Davida yena le banna ba hae ba nyolohela qhobosheaneng. Samuele a shwa. Baiseraele bohle ba phutheha, ba mo llela, ba mo epela motseng wa habo wa Rama. Kamora moo Davida a tsamaya, a theohela lehwatateng la Parane. Ho ne ho ena le monna e mong Maone, eo motebo wa hae o neng o le Karamele. Monna eo o ne a ruile haholo, a ena le dinku tse dikete tse tharo, le dipodi tse sekete. O ne a le teng Karamele, ha ho ntse ho kutwa dinku tsa hae. Lebitso la monna eo e ne e le Nabale, la mosadi wa hae e le Abikaele. Mosadi eo o ne a le bohlale, a bile a le motle, empa monna wa hae o ne a le lekgonatha, le diketso tsa hae di le mpe. E ne e le wa ntlo ya Kalebe. Ha Davida a le lehwatateng, a utlwa hore Nabale o ntse a kuta dinku tsa hae. Yaba Davida o roma bahlankana ba leshome, mme a re ho bahlankana bao: “Nyolohelang Karamele, le ye ho Nabale, le ntumedisetse yena. Le tle le re ho yena: Helele! Kgotso e be le wena, kgotso e be le ba ntlo ya hao, mme kgotso e be le tsohle tseo o nang le tsona! “ Ke utlwile hore o na le bakuti; jwale badisa bao, bao o nang le bona, re ne re emela le bona. Ha re a ka ra ba etsa hampe, ebile le ka nako yohle, ha ba ntse ba le Karamele, ha ba a ka ba utswetswa letho. Botsa bahlankana bao ba hao, mme ba tla o bolella. Ka baka lena, ako hauhele bahlankana bana, hobane re tlile ka letsatsi la mokete. Ke a o rapela: Ako ba fe eng kapa eng eo o nang le yona, o be o fe le mora wa hao Davida. ” Bahlankana ba Davida ba fela ba fihla, ba bua le Nabale ba le lebitsong la Davida, ba mmolella tsohle tseo a di buileng, yaba ba a kgutsa. Nabale a araba bahlanka ba Davida, a re: “Davida ke mang? Mora wa Jese yena ke mang? Mehleng ena ho na le bahlanka ba bangata, ba thobelang beng ba bona. Jwale le re ke nke bohobe ba ka, le metsi a ka, le nama ya ka, eo ke e hlabetseng bakuti ba ka, ke di nee batho bao ke sa tsebeng le moo ba tswang teng?” Yaba bahlankana ba Davida ba kgutlela hae, ba fihla ba mmolella tsohle tseo Nabale a di buileng. Davida a re ho banna ba hae: “Hlomelang ka disabole tsa lona!” Yaba monna ka mong o hlomela ka sabole ya hae; Davida le yena a hlomela ka sabole ya hae. Banna ba makgolo a mane ba nyoloha ba latetse Davida; ba makgolo a mabedi bona ba sala ba lebetse thoto. Empa e mong wa bahlankana a bolella Abikaele, mohatsa Nabele, a re: “Hela! Davida o ne a romme maqosa a tswang lehwatateng, ho tlisa ditumediso ho monga rona, empa monga rona a a kgobola. Banna bao ba ne ba le molemo haholo ho rona, mme ha ba a ka ba re etsa hampe; esita le ka nako yohle ha re ntse re emela le bona, ha ho letho leo re kileng ra le utswetswa. Ka nako yohle ha re ntse re emela le bona, ba ne ba re sireletsa motsheare le bosiu. Ka baka leo, imamelle hore na o tla etsa jwang hobane monga rona, le bohle ba lelapa la hae, ba reretswe bobe. Monga rona ke motho ya kgopo hoo ho seng motho eo a ka mo mamelang.” Yaba Abikaele o a potlaka, o nka dinkgwa tse makgolo a mabedi, le makuka a mabedi a veine, le nama e phehilweng ya dinku tse hlano, le dikilo tse leshome le metso e supileng tsa koro e hadikilweng, le masihla a lekgolo a morara wa mangangajane, le maqebekwane a makgolo a mabedi a mangangajane a feiye, o di bofa ditonking. A re ho bahlanka ba hae: “Tswelang pele, nna ke tla le sala morao.” Empa a se ke a bolella Nabale, monna wa hae. Ha a ntse a palame tonki, a theosa kgohlo ya thaba, a bona Davida le banna ba hae ba theohela ho yena, mme a kopana le bona. Davida o ne a qeta ho re: “Ruri ke sebeleditse ntata selala ka ho baballa tsohle tseo monna enwa a neng a ena le tsona kwana lehwatateng, hoo a sa kang a lahlehelwa ke letho la tsohle tsa maruo a hae. Jwale o mputsitse ka bobe. Haeba letsatsi le ka tjhaba ke siile monna leha a le mong wa banna bohle ba hae, Modimo a nkotle jwaloka dira tsa Davida, le ho feta.” Eitse ha Abikaele a bona Davida, a potlaka, a tholoha tonki ya hae, a itihela kapele ho Davida ka sefahleho, a isa hlompho ho yena. A itihela maotong a Davida, a re: “Monga ka, molato ona e mpe e be wa ka. Ke a o rapela: Ere lekgabunyane la hao le ke le bue le wena, mme o ke o le mamele. Ke a o rapela, monga ka, o se ke wa tsotella Nabale eno ya kgopo, hobane bitsolebe ke seromo. Lebitso la hae ke Nabale, mme le yena o kgopo. Empa nna, lekgabunyane la hao, ha ke a ka ka bona bahlankana bao monga ka a neng a ba romme. “Jwale he, monga ka, Morena o o thibetse ho tsholla madi, le ho hlatsa bohale ba hao, ka ho iphetetsa ka letsoho la hao. Ka baka leo, ke hlapanya ka Modimo ya phelang, le ka wena, hore dira tsa hao, le ba o lakaletsang bobe ba tla ba jwaloka Nabale. Jwale mpho ena, eo lekgabunyane la hao le o tliseditseng yona, e ke e newe bahlankana ba tsamayang le wena, monga ka. Ke a o rapela: Ako tshwarele lekgabunyane la hao ditshito tsa lona, hobane ruri Morena o tla hlomamisa lelapa la hao le tiye, ka baka la dintwa tsa Morena tseo o mo lwanetseng tsona. Ka matsatsi wohle a ho phela ha hao e se eka o ke ke wa hlahelwa ke bobe. Ha motho a o sokela, a batla ho o bolaya, bophelo ba hao bo tla sireletswa ke Morena Modimo wa hao. Empa bophelo ba dira tsa hao bo tla lahlelwa hole, jwalokaha eka bo betswa ka letjeketjane. Ha Morena a se a phethile tsohle tse molemo, tseo a o tshepisitseng tsona, a se a bile a o entse mmusi wa Iseraele, o ke ke wa itshwabela, kapa wa tshwenyeha pelong, ka ho re o ile wa tsholla madi ntle ho lebaka, kapa wa iphetetsa ka bowena. Ha Morena a se a o atlehisitse, o tle o mpe o hopole lekgabunyane la hao.” Davida a re ho Abikaele: “Ho bokwe Morena Modimo wa Iseraele, ya ileng a o romela ho nna letsatsing lena. Ho bokwe keletso ya hao, le wena o bokwe ka ho nthibela tsatsing lena hore ke se ke ka tsholla madi, le hore ke se ke ka iphetetsa ka letsoho la ka. Ke hlapanya ka Morena Modimo wa Iseraele ya phelang, ya nthibetseng hore ke se ke ka o ntsha kotsi, hore hoja wa se ke wa potlaka wa nkgahlanyetsa, ruri e ne etlare pele le tjhaba ho be ho se na monna le ya mong wa ba Nabale ya ntseng a phela.” Davida a amohela tseo Abikaele a neng a mo tliseditse tsona, a re ho yena: “Kgutlela ha hao ka kgotso; bona, ke mametse dipolelo tsa hao, mme ke amohetse kopo ya hao.” Ha Abikaele a fihla ho Nabale, a fumane ho nowa, e le mokete o kang wa kgosi. Nabale o ne a nyakaletse, hobane o ne a tahilwe haholo. Ka baka leo, Abikaele a se ke a mmolella letho ho fihlela ka le hlahlamang. Ka le hlahlamang, ha Nabale a hlaphohetswe, mosadi wa hae a mo phetela tsohle. Nabale a taboha letswalo, a ya le maidiidi. Kamora matsatsi a leshome, Morena a otla Nabale, mme Nabale a shwa. Ha Davida a utlwa hore Nabale o shwele, a re: “A ho bokwe Morena, ya pheteditseng tlhapa eo Nabale a ntlhapaotseng ka yona, ya ileng a thibela mohlanka wa hae hore a se ke a etsa bobe, ya entseng le hore Nabale a jewe ke bokgopo ba hae.” Yaba Davida o bua le Abikaele ka tsa ho mo nyala. Bahlanka ba Davida ba fihla ho Abikaele a le Karamele, ba re ho yena: “Davida o re rometse ho wena, hore re tlo o lata, o yo ba mosadi wa hae.” Abikaele a ema, a sheba fatshe, a re: “Bonang, nna ke lekgabunyane la hae, mme nka hlatswa le maoto a bahlanka ba hae.” Abikaele a ema ka potlako, a palama tonki, makgabunyane a hae a mahlano a tsamaya le yena; yaba ba latela baromuwa ba Davida, mme Abikaele ya eba mosadi wa Davida. Davida a nka le Ahinoame wa Jesereele, bobedi ba bona ya eba basadi ba hae. Saule o ne a ile a nka moradi wa hae Mikale, mohatsa Davida, a mo nea Paleti, mora wa Laishe, ya neng a ahile Galeme. Basife ba fihla Gibea, ho Saule, ba re: “Davida o ipatile leralleng la Hakila, le pela lehwatata.” Saule a tsamaya, a theohela lehwatateng la Sife, a ena le banna ba dikete tse tharo ba mokgetho wa Baiseraele, ho ya batla Davida lehwatateng la Sife. Saule a hloma hodima leralla la Hakila, le pela tsela, lehwatateng. Davida o ne a ntse a le lehwatateng, mme a bona hore Saule o ntse a mo setse morao ho ya fihla lehwatateng leo. Davida a romela dihlwela, mme tsa mmolella hore ke nnete, Saule o teng. Davida a tsamaya, a ya fihla moo Saule a hlommeng teng. Davida a bona moo bo-Saule, le Abinere mora wa Nere, eo e neng e le molaodi wa mabotho a Saule, ba robetseng teng. Dikariki tsa ntwa di ne di entse sakanalankope, Saule a robetse kahara lona, mme bahlabani ba hlomme ho potapota Saule. Jwale Davida a botsa Ahimeleke wa Mohete, le Abishai, mora wa Seruya, ngwanabo Joabe, a re: “Ke mang ya tla theohela le nna diahelong tsa Saule?” Yaba Abishai o re: “Ke tla theohela le wena.” Jwale bo-Davida le Abishai ba fihla ho bahlabani ba Saule bosiu, mme ba bona Saule a robetse kahara sakanalankope le entsweng ka dikariki tsa ntwa, lerumo la hae le hlonngwe fatshe pela hlooho ya hae, bo-Abinere le bahlabani ba robetse ba mo potapotile. Yaba Abishai o re ho Davida: “Kajeno Modimo o neelane ka sera sa hao matsohong a hao; ka baka lena, ke a o rapela: Ntumelle ke mo hlabelle fatshe ka lerumo hanngwe feela, mme a ke ke a hlola a kunya.” Empa Davida a re ho Abishai: “O se ke wa mmolaya! Ke mang ya ka phahamisetsang motlotsuwa wa Morena letsoho, yaba ha a fumanwe a le molato?” Davida a boela a re: “Ke hlapanya ka Morena ya phelang, o se ke wa leka! Ke Morena ya tla mmolaya. Nako ya ho shwa ha hae e tla fihla, kapa o tla bolaelwa ntweng. Morena a mpe a nthibele, ke se ke ka phahamisetsa motlotsuwa wa hae letsoho. Jwale ke a o rapela: Nka lerumo le pela hlooho ya hae, le lekuka la metsi, re tsamaye.” Ka mokgwa o jwalo Davida a nka lerumo le lekuka la metsi le pela hlooho ya Saule, yaba ba a tsamaya. Ha se ke ha eba le motho le ya mong ya ileng a bona, kapa a tseba se etsahetseng, kapa ya kileng a phaphama. Bohle ba ne ba kgalehile, hobane Morena o ne a ba isitse le sephume sa boroko. Jwale Davida a tshelela ka nqane, a hlwella hodima leralla le hojana, ho ena le sebaka se seholo pakeng tsa hae le Saule. Davida a howeletsa bahlabani ba Saule, le Abinere, mora wa Nere, a re: “Ha o arabele keng, Abinere?” Abinere a arabela, a re: “O mang wena, o howeletsang kgosi?” Davida a re ho Abinere: “Na o mohale? Ke mang ya kang wena moo naheng ee ya Iseraele? Jwale ke ka baka lang o sa sireletsang monga hao, e leng kgosi? Motho o sa tswa tloha mono diahelong tsa lona, a ilo bolaya kgosi, e leng monga hao. Ntho ena eo o e entseng e mpe! Ke hlapanya ka Morena ya phelang, le lokelwa ke lefu, hobane ha le a ka la sireletsa monga lona, e leng motlotsuwa wa Morena. Bona mona! Lerumo la kgosi le kae? Kuka la hae lona le kae?” Saule a tseba lentswe la Davida, yaba o re: “Davida, mora wa ka, na leo ke lentswe la hao?” Davida a re: “Ke lentswe la ka, monga ka, kgosi ya ka.” Davida a boela a re: “Ke ka baka lang, monga ka, ha o ntso phaladisa mohlanka wa hao? Ke entseng? Kapa ke na le morero ofe o mobe? Ka baka leo, ke a o rapela, monga ka, kgosi ya ka, ako mamele mantswe a mohlanka wa hao. Haebe ke Morena ya o susumeditseng hore o ntwantshe, ha a mpe a amohele nyehelo. Empa haeba ke batho, ba ke ba rohakehe mahlong a Morena, hobane kajeno ba ntelekile naheng eo e leng ya Morena, ba re: Tsamaya, o yo sebeletsa medimo e meng. Ka baka lena, o se ke wa etsa hore madi a ka a tsholohele naheng esele, hole le Morena, hobane kgosi ya Iseraele e tlilo batla letsetse jwalokaha motho a tsoma kgwale hara dithaba.” Yaba Saule o re: “Ke entse sebe; kgutla Davida, mora wa ka; ha ke sa tla hlola ke o etsa letho, hobane ka letsatsi lena bophelo ba ka e bile ntho ya bohlokwa mahlong a hao. Ke a bona hore ke sebeditse ka bothoto, mme ke entse phoso e kgolo.” Davida a araba, a re: “Bona lerumo la kgosi! Romela e mong wa bahlankana a tlo le lata. Morena o putsa bohle ba lokileng, ba tshepahalang. Kajeno lena Morena o ne a neelane ka wena matsohong a ka, empa ha ke a ka ka phahamisetsa motlotsuwa wa Morena letsoho. Jwalokaha kajeno ke ile ka o qenehela, le nna Morena a ke a nqenehele, a nnamolele matshwenyehong ana wohle.” Yaba Saule o re ho Davida: “Davida, mora wa ka, o ke o hlohonolofale! Ke hona o sa tla etsa dikgolo, mme o tla atleha.” Davida a ikela ka tsela ya hae, le Saule a kgutlela ha hae. Davida a bua ka pelo, a re: “Ka letsatsi le leng Saule o tla qetella a mpolaile. Ho molemo hore ke ipalehelle naheng ya Bafilesita, a tle a ntele, a se ke a hlola a mpatla naheng yohle ya Iseraele. Ka mokgwa o jwalo ke tla phonyoha.” Davida a tsamaya a ena le banna ba makgolo a tsheletseng, a ya ho Akishe, mora wa Maoke, kgosi ya Gate. Davida le banna ba hae ba jaka ha Akishe, naheng ya Gate. Monna e mong le e mong o ne a ena le ba lelapa la hae. Davida le yena o ne a ena le basadi ba hae ba babedi, e leng Ahinoame wa Jesereele, le Abikaele wa Karamele, eo e neng e le mohatsa mofu Nabale. Ha Saule a utlwa hore Davida o balehetse Gate, a se ke a hlola a mmatla. Davida a re ho Akishe: “Haeba o nkgauhetse, ako mphe setsha ho o mong wa metse ya hao, ke ahe teng, hobane mohlanka wa hao a ke ke a aha le wena motseng wa kgosi.” Ke ha Akishe a mo nea Sikelage ka lona letsatsi leo. Ke ka lebaka leo Sikelage e leng motse wa dikgosi tsa Juda le kajeno-ya-bokajeno. Davida a dula naheng ya Bafilesita selemo le kgwedi tse nne. Davida le banna ba hae ba nyoloha, ba futuhela Bageshure, le Bagesere, le Baamaleke. Bao e ne e le bona baahi ba naha eo ba kgale, ho tloha Shure ho ya fihla naheng ya Egepeta. Davida a bolaya batho bohle ba naha eo. O ne a ye a se ke a siya monna kapa mosadi a ntse a phela; a hape dinku, le dikgomo, le ditonki, le dikamele, esita le diaparo, ebe jwale o kgutlela ho Akishe. Ha Akishe a botsa Davida, a re: “O ne o hlasetse kae kajeno?” Davida o ne a ye a re: “Ka borwa ho naha ya Juda,” kapa a re: “Ka borwa ho naha ya Jerahemeele” kapa a re: “Ka borwa ho naha ya Bakene.” Davida o ne a sa ke be a tle Gate le monna kapa mosadi ya ntseng a phela, hobane o ne a ye a re: “Ba ka tshoha ba bolela hore Davida o entse tjena le tjena.” Ena ya eba tlwaelo ya hae ka nako yohle ha a ntse a phela naheng ya Bafilesita. Akishe a kgolwa Davida, a re: “O entse hore setjhaba sa habo sa Baiseraele se mo hloye, mme kahoo e tla ba mohlank wa ka kamehla yohle.” Matsatsing wona ao, Bafilesita ba kgobokanya mabotho a bona ho futuhela Baiseraele. Yaba Akishe o re ho Davida: “O hlo tsebe hantle hore wena le bahlabani ba hao le tla ya le nna ntweng.” Davida a re ho Akishe: “Ho lokile! O tla bona ntho eo mohlanka wa hao a tla e etsa!” Akishe a re ho Davida: “Ke hantle; o tla ba molebedi wa ka kamehla.” Hoba Samuele a shwe, mme Baiseraele bohle ba mo llele, ba mo epela Rama, motseng wa habo. Saule o ne a ile a leleka dinohe le mathuela kahara naha. Bafilesita ba kgobokana, ba fihla ba hloma Shuneme. Saule le yena a kgobokanya Baiseraele bohle, mme a hloma Gileboa. Ha Saule a bona mabotho a Bafilesita a tshoha, mme matshwafo a hae a uba habohloko. Saule a botsa Morena, empa Morena a se ke a mo araba, leha e le ka ditoro, kapa ka lejwe la Urime, kapa ka baporofeta. Yaba Saule o re ho bahlanka ba hae: “Mpatleleng mosadi wa senohe, ke yo disetsa ho yena.” Ba re ho yena: “Mane Ene-Dore mosadi ya jwalo o teng.” Saule a ikgakanya, a apara diaparo disele, a tsamaya le banna ba babedi, ba fihla ho mosadi eo bosiu. Saule a re ho mosadi eo: “Ke a o rapela: Ako ntshenolele tse tlang ho etsahala ka ho mpotsetsa ho badimo, o be o ntsosetse eo ke tla o bolella lebitso la hae.” Mosadi eo a re ho yena: “O tseba seo Saule a se entseng, le kamoo a lelekileng dinohe le mathuela kateng kahara naha ena. Ke ka lebaka lang ha o nketsetsa leraba, hore ke tle ke bolawe?” Empa Saule a hlapanyetsa mosadi eo ka Morena, a re: “Ka Morena ya phelang, taba ena e ke ke ya o tlisetsa kotlo.” Jwale mosadi eo a re: “Ke o tsosetse mang?” Saule a re: “Ntsosetse Samuele.” Hang ha mosadi a bona Samuele a howeletsa haholo, a re ho Saule: “O nthetseditseng? Ke wena Saule!” Yaba kgosi e re ho yena: “O se ke wa tshoha. O bonang?” Mosadi a re ho Saule: “Ke bona ntho e kang sethotsela e ropoha fatshe.” Saule a re ho mosadi: “E sebopeho se jwang?” Mosadi a re: “Ho ropoha monnamoholo ya apereng seaparo se selelele.” Saule a tseba hore efela eo ke Samuele. A obamela fatshe ka sefahleho, ho isa hlompho. Samuele a re ho Saule: “Ke ka baka lang ha o nkgathaditse ka hore o ntsose?” Saule a re: “Ke tsielehile haholo, hobane Bafilesita ba a ntwantsha, empa Modimo o mphuraletse. Ha a sa nkaraba, leha e le ka baporofeta kapa ka ditoro. Ke ka lebaka lena ke ileng ka o bitsa, hore o tlo mpolella seo ke tshwanetseng ho se etsa.” Yaba Samuele o re: “Ke ka baka lang ha o mpotsa ha e le moo Morena a o furaletse, a fetohile sera sa hao? Morena o o entse seo a neng a o bolelle sona pele, ka molomo wa ka. Morena o o amohile mmuso wa hao, o o neile e mong, e leng Davida, hobane ha o a ka wa mamela lentswe la Morena, mme ha o a ka wa phethahatsa kahlolo ya Morena ha a ne a halefetse Baamaleke. Ke ka lebaka lena Morena a o etseditseng ntho e tjena kajeno. Ho feta mona, Morena o tla neelana ka Baiseraele, le ka wena matsohong a Bafilesita. Hosasane wena le bara ba hao le tla be le le bafu jwaloka nna. Morena o tla neelana le ka mabotho a Baiseraele matsohong a Bafilesita.” Hang ha Saule a utlwa mantswe a Samuele a tjapalla fatshe a tshohile haholo, a feletswe ke matla, hobane o ne a qetile letsheare lohle le bosiu bohle a sa je. Mosadi eo a atamela ho Saule, a bona hore Saule o tshohile haholo, mme a re ho yena: “Lekgabunyane la hao le ile la mamela lentswe la hao, yaba le ipea kotsing ka ho phetha seo o ileng wa le laela sona. Ka baka lena ke a o rapela, le wena ako mamele lekgabunyane la hao. A nke ke u fe thathana ya bohobe o je, o tle o matlafale, ebe o tswela pele leetong la hao.” Empa Saule a hana, a re: “Nke ke ka ja!” Bahlanka ba hae le mosadi eo ba mo qophella, a ba a qetella a dumetse. Jwale a ema fatshe, a dula hodima moalo. Mosadi o ne a ena le namane e nontshitsweng ka sakeng. A potlaka, a e hlaba; a nka phofo, a e duba, a pheha bohobe bo sa lomoswang. Tsena a di bea kapele ho Saule le bahlanka ba hae, mme ba eja, ba nto ema, ba tsamaya ka bona bosiu bona boo. Bafilesita ba kgobokanyetsa mabotho a bona wohle Afeke. Baiseraele bona ba hloma haufi le sediba se Jesereele. Mahosana a Bafilesita a nna a subuhlellana ka makgolo le ka dikete; Davida le bahlabani ba hae ba ena le Akishe, ya eba ba ho qetela. Yaba mahosana a Bafilesita a re: “Baheberu baa ba batlang moo?” Akishe a re ho mahosana a Bafilesita: “Enwa ke Davida, mohlanka wa Saule, kgosi ya Iseraele, eo e seng e le nako a le ho nna mona. Haesale a fihla mona, ha ke eso fumane phoso ho yena ho fihlela kajeno.” Empa mahosana a Bafilesita a halefela Akishe, a re ho yena: “Mo kgutlisetse moo o mo fileng bokginapere teng, o se ke wa mo dumella a ya le rona ntweng, esere a fetoha lehlabaphiyo ha theko di teana. A ka etsa kgotso jwang le monga hae, haese ka dihlooho tsa banna baa ba rona? Na hase yena Davida eo ba neng ba mmina metjekong, ba re: “ Saule o bolaile ba hae ba dikete, Davida yena o bolaile ba kete tsa dikete? ” Jwale Akishe a bitsa Davida, mme a re ho yena: “Ke hlapanya ka Morena ya phelang, o tshepahetse ho nna. O ile wa nkgahla ha re ntse re futuha le wena ka mabotho. Ho tloha mohla o fihlang mona ho nna, ho fihlela kajeno, ha ke eso fumane bobe ba letho ho wena. Leha ho le jwalo, mahosana ha a o amohele. Ka baka lena he, kgutla, o ikele ka kgotso, o tle o se ke wa kgopisa mahosana a Bafilesita.” Yaba Davida o re ho Akishe: “Empa ke entseng? Ho tloha ka letsatsi leo ke fihlileng ka lona mona, ho fihlela kajeno, o fumane phoso efe ho mohlanka wa hao, hoo nke keng ka ya lwantsha dira tsa monga ka, kgosi ya ka?” Akishe a araba Davida, a re: “Ke a tseba hore o tshepahala jwaloka lengeloi la Modimo, empa leha ho le jwalo, mahosana a Bafilesita a itse: A se ke a ba a ya ntweng le rona! Ka baka lena, o tle o tsohe e sa le ka madungwadungwana le bahlanka ba monga hao ba tlileng le wena, mme hanghang ha ho qala ho ela, o tsamaye.” Kahoo Davida le banna ba hae ba tsoha e sa le ka madungwadungwana, ba tsamaya, ba kgutlela naheng ya Bafilesita, mme Bafilesita bona ba nyolohela Jesereele. Ka letsatsi la boraro, ha Davida le banna ba hae ba fihla Sikelage, ba fumana Baamaleke ba futuhetse naha e ka borwa, le motse wa Sikelage. Ba ne ba ripitlile motse oo wa Sikelage, ba o tjhesitse ka mollo, ba hapile basadi ba moo, empa ba sa bolaya motho, ebang ke e moholo kapa ke e monyenyane. Ba ne ba ba hapile, ba ile ka bona. Ha Davida le banna ba hae ba fihla motseng, ba fumana o tjhesitswe ka mollo. Basadi ba bona, le bara ba bona, le baradi ba bona, ba ba nkile, e le bathopuwa. Davida le banna bao a neng a ena le bona, ha ba bona hona, ba lla haholo, ho fihlela ba bile ba kgathala ke ho lla. Basadi ba Davida ba babedi, e leng Ahinoame wa Mojesereele, le Abikaele eo e neng e le mohatsa mofu Nabale wa Mokaramele, le bona e ne e le bathopuwa. Davida o ne a tshwenyehile haholo; banna ba ne ba re ba mo tlepetsa ka majwe, hobane dipelo tsa bona di ne di utlwile bohloko, monna ka mong a llela bara ba hae le baradi ba hae. Empa Davida a ikgothatsa ka ho tshepa Morena Modimo wa hae. Yaba Davida o re ho moprista Abiatare, mora wa Ahimeleke: “Ako ntlisetse setipe!” Kahoo Abiatare a tlisetsa Davida setipe. Jwale Davida a botsa Morena, a re: “Na nka phallela bahlasedi bale? Ebe ke tla ba fumana?” Morena a mo araba, a re: “Ba phallele, hobane o tla fela o ba fumane, o be o ba hlatsise tsohle.” Kahoo Davida a ya, a ena le banna ba makgolo a tsheletseng, mme ba fihla molatswaneng wa Besore, moo ba kgathetseng ba ileng ba sala teng. Empa Davida a tswela pele ho ba phallela, a ena le banna ba makgolo a mane, hobane ba makgolo a mabedi ba neng ba kgathetse hoo ba ileng ba sitwa ho tshela molatswana wa Besore, ba ile ba sala. Ba fumana monna wa Moegepeta a le hara naha, ba mo isa ho Davida, ba mo fa bohobe, a ja; ba mo fa le metsi, a nwa. Ba mo fa leqebekwane la mangangajane a feiye, le masihla a mabedi a morara wa mangangajane. Ha a se a jele a boela a matlafala, hobane o ne a qetile matsatsi a mararo le masiu a wona a sa je bohobe, a sa nwe metsi. Jwale Davida a re ho yena: “O wa bafe? O tswa kae?” Yena a re: “Ke mohlankana wa Moegepeta, mme ke lekgoba la Moamaleke. Monga ka o ile a ntshiya maoba, hobane ke ne ke kula. Re ne re hlasetse naha ya Bakerete e ka borwa ho Juda, le naha e ka borwa ya morabe wa Kalebe, mme ra tjhesa Sikelage ka mollo.” Yaba Davida o re ho yena: “Na o ka nkisa moo sehlopha seo sa bahlasedi se leng teng?” Mohlankana a re: “Ntlhapanyetse ka lebitso la Modimo, hore ha o na ho mpolaya, kapa wa neelana ka nna matsohong a monga ka, mme ke tla o isa moo sehlopha sena sa bahlasedi se leng hona teng.” Mohlankana a mo isa ho sona, mme a fumana Baamaleke ba hasahasane hara naha, ba eja, ba enwa, ba hobela, ba thabetse kgapo e ngata eo ba neng ba e nkile naheng ya Bafilesita le naheng ya Juda. Davida a ba bolaya ho tloha ka shwalane, ho ya fihla phirimaneng ya letsatsi le hlahlamang. Ha se ke ha phonyoha le ya mong wa bona, haese bahlankana ba makgolo a mane, ba ileng ba lwabela dikamele, ba baleha. Davida a kgutlisa tsohle tse neng di hapilwe ke Baamaleke, a ba a lopolla le basadi ba hae ba babedi. Ba fumana tsohle di ntse di le kaofela: Bara le baradi, le kgapo, le eng kapa eng eo Baamaleke ba neng ba e hapile. Davida a ba hlatsisa tsena tsohle. Bo-Davida ba sheshena mehlape yohle ya dikgutshwane le ya dikgomo tsa Baamaleke, ba e eteletsa kapele ho e neng e hapilwe, yaba ba ntse ba howa, ba re: “Ena ke kgapo ya Davida!” Jwale Davida a fihla ho banna ba makgolo a mabedi, ba neng ba kgathetse hoo ba ileng ba sitwa ho mo latela, mme ba sala molatswaneng wa Besore. Banna bao ba ya kgahlanyetsa Davida le batho bao a neng a ena le bona. Ha Davida a atamela pela banna bao a ba dumedisa. Jwale banna bohle ba kgopo, ba lekgonatha hara bao Davida a neng a ile le bona, ba re: “Kaha ba sa ka ba ya le rona, re ke ke ra ba hapisa letho kgapong eo re tlang le yona, haese hore monna ka mong a ka nka mosadi wa hae, le bana ba hae, a tsamaya le bona, a itlheka.” Empa Davida a re: “Bana beso, le ke ke la etsa jwalo ka seo Morena a re neileng sona. O re sireleditse, mme sehlopha se neng se tlilo re lwantsha a neelana ka sona matsohong a rona. Ke mang ya ka le mamelang tabeng ee? Jwalokaha ya neng a ile ntweng a ena le seabo, le ya neng a setse a lebetse thoto le yena o na le seabo. Ba tla arolelana ka ho tshwana.” Ho tloha mohlang oo, yaba Davida o se a etseditse Baiseraele molao le taelo, mme ho ntse ho le jwalo le kajeno-ya-bokajeno. Ha Davida a fihla Sikelage, a romela kgapo e nngwe ho baholo ba Juda, e leng metswalle ya hae, a re: “Mpho ya lona, ya tse hapilweng ho dira tsa Morena, ke eo.” E ne e le mpho ya ba Bethele, le ba ka borwa ho Ramote, le ba Jatire, le ba Arowere, le ba Sifemoto, le ba Eshetemoa, le ba Rakale, le ba metseng ya Bajerahemeele, le ba metseng ya Bakene, le ba Horema, le ba Bore-Ashane, le ba Atake, le ba Heborone, le ba dibaka tsohle tseo Davida le banna ba hae ba kileng ba hlwahlwaela ho tsona. Bafilesita ba lwantsha Baiseraele. Banna ba Baiseraele ba ba baleha, ba wa mofela hodima thaba ya Gileboa. Bafilesita ba bea Saule le bara ba hae merebele, ba bolaya Jonathane, le Abinadabe, le Malekishuwa, bara ba Saule. Ntwa ya imela Saule. Banna ba diqha ba fula Saule ka metsu, mme a tswa kotsi e mpe. Yaba Saule o re ho mojari wa dihlomo tsa hae: “Nka sabole ya hao, o ntlhabe, esere maqai ana a fihla a nqetela, mme ka tlontloloha.” Empa mojari wa dihlomo tsa hae a hana, hobane o ne a tshohile haholo. Ka baka leo, Saule a nka sabole ya hae, a itihela hodima yona. Ha mojari wa dihlomo tsa hae a bona hore Saule o shwele, le yena a itihela hodima sabole ya hae, ba shwa bobedi. Ka lona letsatsi leo Saule a shwa, le bara ba hae ba bararo, le mojari wa dihlomo tsa hae, le banna bohle ba hae. Ha Baiseraele ba neng ba le kamose ho kgohlo, le ba ka nqane ho Jorodane, ba utlwa hore bahlabani ba Baiseraele ba balehile, le hore Saule le bara ba hae ba se ba bolailwe, ba siya metse ya bona, ba baleha, yaba Bafilesita ba a tla, ba ikahela ho yona. Ka le hlahlamang, ha Bafilesita ba tlilo hlobodisa ba bolailweng, ba fumana Saule le bara ba hae ba bararo ba bolaetswe thabeng ya Gileboa. Ba kgaola hlooho ya Saule, ba mo hlobodisa seaparo sa ntwa, ba romela maqosa hohle naheng ya Bafilesita, ho phatlalatsa taba ena ka ditempeleng tsa medimo ya bona ya bohata, le hara setjhaba sohle. Ba bea seaparo sa hae sa ntwa ka tempeleng ya Asetarote; ba thakgisa setopo sa hae lerakong la Bete-Shane. Ha baahi ba Jabeshe-Gileade ba utlwa seo Bafilesita ba se entseng Saule, banna bohle ba bahale ba phalla, ba tsamaya bosiu bohle, ba fihla ba fanyolla setopo sa Saule le ditopo tsa bara ba hae lerakong la Bete-Shane, ba kgutlela Jabeshe, ba di tjhesetsa hona teng. Ba nka masapo a bona, ba a epela tlasa sefate sa tamarisika se Jabeshe, ba itima dijo ka matsatsi a supileng. Kamora lefu la Saule, ha Davida a tswa hlola Baamaleke, a qeta matsatsi a mabedi Sikelage. Ka letsatsi la boraro a bona ho fihla monna ya tswang diahelong tsa Saule tsa ntwa, diaparo tsa hae di haraswane, hloohong a itshetse ka mobu. Yare ha a fihla ho Davida a itihela fatshe ho isa hlompho. Davida a re ho yena: “O tswa kae?” Monna eo a re ho Davida: “Ke e mong wa bahlabani ba Baiseraele ya phonyohileng.” Davida a re ho yena: “Ho etsahetseng? Ako mpolelle!” Eo a re: “Bahlabani ba balehile ntweng, mme ba bangata ba bona ba bolailwe. Bo-Saule le mora wa hae Jonathane le bona ba bolailwe.” Davida a re ho mohlankana ya mmehelang ditaba tsena: “O tseba jwang hore bo-Saule le mora wa hae Jonathane ba shwele?” Yaba mohlankana ya mmehelang ditaba o re: “Ke ile ka wela Saule hodima thaba ya Gileboa a itshetlehile ka lerumo la hae, mme ka bona dikariki tsa ntwa le bahlabani ba dipere ba mo peteditse habohloko. Ha a hetla a mpona, yaba o a mpitsa, mme nna ka re: Ke nna enwa! “A re ho nna: O mang? “Yaba ke re ho yena: Ke Moamaleke. “Yena a re ho nna: Ke a o rapela: Tloo kwano, o nqetele. Ke tshwerwe ke ditlokotsi tsa lefu, le hoja ke sa ntsane ke phefumoloha. “Yaba ke ya ho yena, ke a mo qetela, hobane ke ne ke tseba hore ha a ewa a ke ke a hlola a phela. Ka nka mofaphahlooho oo a neng a o rwetse, le sepetja se neng se le letsohong la hae, mme ke di tlisitse mona ho wena, monga ka.” Yaba Davida o tshwara diaparo tsa hae, wa di tabola. Le banna bohle ba neng ba ena le yena ba etsa jwalo. Ba hlomoha, ba lla, ba itima dijo ho fihlela ka phirimana, ka baka la Saule le mora wa hae Jonathane, le setjhaba sa Morena, le ntlo ya Iseraele, hobane ba ne ba bolailwe ka sabole. Davida a re ho mohlankana ya mmehetseng ditaba: “O wa hokae?” Mohlankana a araba, a re: “Ke mora wa monna wa Moamaleke ya jakileng mona.” Davida a re ho yena: “Ha o a ka wa utlwa o tshaba ho phahamisa letsoho la hao, o bolaya motlotsuwa wa Morena?” Davida a bitsa e mong wa bahlankana, a re ho yena: “Tloo o mmolaye!” Eo a mo phehletsa, a shwa. Yaba Davida o re ho mmolauwa: “Ke wena ya ipolaileng, hobane o boletse ka molomo wa hao, wa re: Ke bolaile motlotsuwa wa Morena! ” Jwale Davida a bina kodi-ya-malla ena e llelang Saule le mora wa hae Jonathane. E ngotswe bukeng ya Jashare, mme Davida o ile a laela hore e rutwe bana ba Juda. “Kgabane ya hao, wena Iseraele, e bolaetswe hodima thaba tsa hao; bona kamoo dinatla di weleng kateng! “Le se ke le e bolela Gate, le se e phatlalatse terateng tsa Ashekelone, esere baradi ba Bafilesita ba nyakalla, baradi ba maqai ba didietsa. “Lona, thaba tsa Gileboa, le se lalwe ke phoka, la nelwa ke pula; masimo a lona a fetohe matswatlare, hoba thebe tsa dinatla di silafaditswe, thebe ya Saule ha e sa tla tlotswa, ya tlotswa ka ole! Metsu ya Jonathane e ne e nepa, sabole ya Saule e sa kgutle e benya, di enwa madi a babolauwa, di tlola mafura a bahlabani. “Saule le Jonathane, dikgabane le baratehi, ha ba a arohana ha ba phela leha ba shwele; belo la bona le ne le feta la ntsu, matla a bona a feta a lekakuba. “Lona, baradi ba Iseraele, llelang Saule! O le apesitse masela a mafubedu, a le apesa le mekgabiso, a homa aparo tsa lona ka mabenyane a kgauta. “Bona kamoo dinatla di weleng, di weleng thekong ya ntwa! Jonathane o bolailwe, o bolaetswe thabeng tsa hao! Jonathane, moreso, ke pelotlhomohi ka wena, ho nna o no rateha hakaakang! Rato la hao ho nna e ne le mohlolo, le la basadi le a shaitsa. “Bona kamoo dinatla di weleng kateng! Kamoo hlomo tsa ntwa di setseng swalabahla!” Ha tsena di fetile, Davida a botsa Morena, a re: “Na nka nyolohela ho o mong wa metse ya Juda?” Morena a re ho yena: “Nyoloha.” Davida a re: “Ke nyolohele ho ofe?” Morena a re: “Nyolohela Heborone.” Yaba Davida o nyolohela Heborone, a ena le basadi ba hae ba babedi, Ahinoame wa Mojesereele, le Abikaele eo e neng e le mohatsa mofu Nabale wa Mokaramele. Davida a nyoloha le banna ba neng ba ena le yena; monna ka mong a nyoloha le lelapa la hae, mme ba aha metseng ya Heborone. Banna ba Juda ba fihla hona moo, ba tlotsa Davida hore e be kgosi ya morabe wa Juda. Ha tsebiswa Davida, ha thwe: “Banna ba Jabeshe-Gileade ke bona ba epetseng Saule.” Yaba Davida o roma maqosa ho banna ba Jabeshe-Gileade, o re ho bona: “Morena a ke a le hlohonolofatse, hobane le bontshitse botshepehi ho monga lona, e leng Saule, la mo epela. E se eka le lona Morena a ka le bontsha lerato la hae le botshepehi ba hae. Le nna ke tla le buseletsa, hobane le entse ketso ena. Ka baka leo, matlafalang, le be bahale le hoja monga lona Saule a shwele, ba morabe wa Juda ba se ba ntlotsitse hore ke be kgosi ya bona.” Jwale Abinere, mora wa Nere, e leng molaodi wa mabotho ao e neng e le a Saule, a nka Ishe-Boshete, mora wa Saule, a mo tshedisetsa Mahanaime. A mmea hore e be kgosi ya Gileade, le ya Ashehure, le ya Jesereele, le ya Efraime, le ya Benjamine, e, le ya naha yohle ya Iseraele. Ha Ishe-Boshete, mora wa Saule, a qala ho busa naha ya Iseraele, o ne a ena le dilemo tse mashome a mane, mme a busa ka dilemo tse pedi. Ba morabe wa Juda ke bona feela ba ileng ba latela Davida. Davida a busa ba morabe wa Juda, a le Heborone, ka dilemo tse supileng le dikgwedi tse tsheletseng. Yaba Abinere, mora wa Nere, le bahlabani ba Ishe-Boshete, mora wa Saule, ba tloha Mahanaime, ba ya Gibeone. Jwale bo-Joabe, mora wa Seruya, le bahlabani ba Davida, le bona ba tloha Heborone, ba ya kopana le bao pela letshana la Gibeone. Ba dula fatshe; ba bang ka nqena ho letshana, ba bang ka nqane ho lona. Abinere a re ho Joabe. “Ere bahlankana ba eme, ba lwane, re bone ba tla hlola.” Joabe a re: “Ho lokile!” Ba tla, mme ba balwa; ba leshome le metso e mmedi ba morabe wa Benjamine e le ba Ishe-Boshete, mora wa Saule; ba leshome le metso e mmedi e le bahlanka ba Davida. Motho ka mong a menyana le wa hae, ba tshwarana ka dihlooho, ba hlabana ka disabole dikgopong, yaba ba wela fatshe kaofela, ba a shwa. Ke ka baka leo sebaka seo se Gibeone se ileng sa rewa lebitso la Lebala la Disabole. Mohla letsatsi leo ntwa ya eba e mahlomafubedu. Abinere le bahlabani ba Iseraele ba hlolwa ke bahlabani ba Davida. Bara ba bararo ba Seruya, e leng Joabe, le Abishai, le Asaele, ba ne ba le teng; Asaele a le lebelo jwaloka kgama ya naha. Asaele a phaladisa Abinere, a mo salama. Yaba Abinere o a hetla, mme o re: “Asaele, na ke wena?” Asaele a araba, a re: “Ke nna!” Abinere a re ho yena: “Tlohela ho mphaladisa, o tshware e mong wa bahlankana, o ikgapele seaparo sa hae sa ntwa.” Empa Asaele a se ke a tlohela ho mo ngwanyamisa. Abinere a boela a re ho Asaele: “Se ka nna nngwanyamisa! O batla hore ke tle be ke o bolaye? Nka shebana jwang le ngwaneno Joabe?” Ha Asaele a ntse a hana ho mo tlohela, Abinere a mo hlaba mpeng ka theko ya lerumo, mme lerumo la ba la ya hlaha kamorao, yaba o wela fatshe, o shwela hona moo. Bohle ba ileng ba fihla sebakeng seo, seo Asaele a shweletseng ho sona, ba ema tlekelele! Empa bo-Joabe le Abishai ba nna ba phaladisa Abinere. Letsatsi la ba dikella leralleng la Amma, e lebaneng le Gia e tseleng e yang lehwatateng la Gibeone. Bana ba Benjamine ba kgobokana ho Abinere, ya eba sehlopha se le seng, ba ema hodima leralla le leng. Jwale Abinere a howeletsa Joabe, a re: “Le rata ha sabole e ntse e bolaya hoyahoile? Ha o tsebe hore qetellong hoo ho tla tswala disuwa? O tla laela banna neneng, hore ba tlohele ho nna ba ngwanyamisa bana babo bona?” Joabe a re: “Ke hlapanya ka Modimo ya phelang, hojane wa se ke wa bua, monna e mong le e mong o ne a ke ke a tlohela ho ngwanyamisa ngwanabo ho fihlela ha bo esa.” Yaba Joabe o letsa lenaka, mme batho bohle ba ema tlekelele! Ba se ke ba hlola ba phaladisa Baiseraele, mme ba se ke ba hlola ba ba lwantsha. Abinere le banna ba hae ba qeta bosiu bohle ba ntse ba tsamaya kgohlong ya Jorodane. Ba tshela Jorodane, ba tsamaya hara Biterone yohle, ba ba ba ya fihla Mahanaime. Joabe a tlohela ho ngwanyamisa Abinere, a kgobokanya setjhaba sohle sa hae. Hara bahlabani ba Davida ho ne ho le siyo Asaele le banna ba leshome le metso e robong. Empa bahlabani ba Davida ba ne ba bolaile ba morabe wa Benjamine, e leng bahlabani ba Abinere, ba makgolo a mararo le mashome a tsheletseng. Ba nka setopo sa Asaele, ba se epela ka lebitleng la ntatae, le neng le le Betlelehema. Bo-Joabe le bahlabani ba hae ba tsamaya bosiu bohle, ba fihla Heborone ha bo esa. Ntwa ya eba telele pakeng tsa ntlo ya Davida le ntlo ya Saule. Davida a nna a tswela pele ho matlafala, empa ntlo ya Saule yona ya nna ya fokola hoyahoile. Davida a ba le bara ha a le Heborone. Mora wa hae wa matsibolo, ya tswetsweng ke Ahinoame wa Mojesereele, ya eba Amanone. Wa bobedi ya eba Kilabe, ya tswetsweng ke Abikaele, eo e neng e le mohatsa mofu Nabale wa Mokaramele. Wa boraro ya eba Abosalome, mora wa Maaka, moradi wa Talamai, kgosi ya Geshure. Mora wa bone ya eba Adoniya, mora wa Hagite. Wa bohlano ya eba Shefatiya, mora wa Abitale. Wa botshelela ya eba Jitereame, wa mosadi wa Davida ya bitswang Egela. Bana ke ba ileng ba tswallwa Davida ha a le Heborone. Ha ntwa e ntse e lwana pakeng tsa ntlo ya Saule le ntlo ya Davida, Abinere a iponahatsa e le yena ya matla ho ba ntlo ya Saule. Saule o ne a ena le mosadi wa lefielo eo lebitso la hae e neng e le Risepa, moradi wa Aya. Yaba Ishe-Boshete o re ho Abinere: “Ke ka baka lang ha o robala le mosadi wa lefielo wa ntate?” Jwale Abinere a halefiswa haholo ke mantswe ao a Ishe-Boshete, mme a re: “Na nna ke ntja e lefuwang ka lesapo naheng ee ya Juda? Ke ile ka tshepahala ho ba lelapa la ntatao Saule, le ho bana babo, le ho metswalle ya hae; ebile ha ke a neelana ka wena matsohong a Davida; feela o nqosa ka phoso ya ho bokana le mosadi eo! Modimo a ke a otle Abinere tjena, le ho feta, haeba nke ke ka etsetsa Davida seo Modimo a mo hlapanyeditseng sona, e leng ho amoha ntlo ya Saule mmuso, le ho bea Iseraele le Juda tlasa terone ya Davida, ho tloha Dane ho ya fihla Beeresheba.” Yaba Ishe-Boshete o se a le nyaya le koloba, ka baka la ho tshaba Abinere. Abinere a roma maqosa ho Davida, a re: “Naha ee ke ya mang?” A boela a re: “Bona mona, a re etse selekane le wena, mme ke tla o thusa hore Baiseraele bohle ba o sale morao.” Davida a re: “Ho lokile, ke tla etsa selekane le wena, empa ke batla ntho e le nngwe feela ho wena, e leng hore o se ke wa mpona, haese haeba o ka ntlisetsa Mikale, moradi wa Saule, pele o etla ho tla kopana le nna.” Yaba Davida o roma maqosa ho Ishe-Boshete, mora wa Saule, o re: “Nnee mosadi wa ka Mikale, eo ke neng ke mo nyale ka maeko a lekgolo a Bafilesita.” Ishe-Boshete a roma maqosa, a amoha Paletiele, mora wa Laishe, mosadi wa hae Mikale. Paletiele a tsamaya a ntse a lla, a setse mosadi wa hae morao, a ba a ya fihla Bahurime. Abinere a re ho yena: “Kgutlela hae!” Yaba Paletiele o a kgutla. Jwale Abinere a buisana le baholo ba Iseraele, a re: “Ke kgale le batla ho bea Davida hore e be kgosi ya lona. Etsang jwalo he, hobane Morena o buile ho Davida, a re: Ka letsoho la mohlanka wa ka Davida ke tla namolela setjhaba sa ka sa Baiseraele matsohong a Bafilesita le matsohong a dira tsohle tsa sona. ” Abinere a ba a bua le ba morabe wa Benjamine, a nto ya Heborone ho Davida, mme a mmolella tsohle tseo a dumellaneng ka tsona le Baiseraele le ba ntlo ya Benjamine. Yaba Abinere o ya Heborone ho Davida, a ena le banna ba mashome a mabedi. Davida a etsetsa Abinere, le banna bao a neng a ena le bona, mokete. Abinere a re ho Davida: “Jwale ke tla tsamaya, ke yo bokellela monga ka, kgosi, Baiseraele bohle, hore ba tlo etsa selekane le wena, mme o tle o buse hohle moo o ratang ho busa teng.” Davida a dumella Abinere hore a tsamaye, mme eo a ikela ka kgotso. Jwale bo-Joabe le bahlanka ba Davida ba fihla, ba etswa moo ba neng ba hlasetse teng, mme ba tla ka kgapo e ngata haholo. Empa Abinere o ne a se a le siyo Heborone, ho Davida, hobane Davida o ne a se a mo lokolotse, mme a iketse ka kgotso. Ha bo-Joabe le lebotho lohle leo a neng a ena le lona ba fihla, Joabe a bolellwa, ha thwe: “Abinere, mora wa Nere, o ile a fihla mona ho kgosi, mme kgosi e mo lokolotse, o iketse ka kgotso.” Yaba Joabe o fihla ho kgosi, o re: “Ke eng ee, eo o e entseng? Bona mona, Abinere o ne a tlile ho wena; ke ka baka lang ha o ile wa mo lokolla, mme jwale a etse ruri? Na ha o tsebe hore Abinere, mora wa Nere, o ne a tlile ho tla o thetsa, le ho o bona mafolomabe, le ho tseba tsohle tseo o di etsang?” Ha Joabe a etswa ka ho Davida a roma maqosa ho sala Abinere morao, mme maqosa ao a mo kgutlisa ha a le sedibeng sa Sira, empa Davida o ne a sa tsebe. Hoba Abinere a fihle Heborone, Joabe a mo nkela kathokwana ho kgoro ya motse, yaka o ilo bua le yena ka lekunutu, yaba o mo phehletsa mpeng, a mmolaya ho phetetsa madi a Asaele, ngwanabo. Hamorao, ha Davida a utlwa ketso ena, a re: “Mahlong a Morena, nna le mmuso wa ka ha re na molato le o monyenyane mading ana a Abinere, mora wa Nere. Madi ao a botswe Joabe le bohle ba ntlo ya ntatae. Tlung ya Joabe ho nne ho be le ya nang le seso se qhitsang, kapa ya nang le lepera, kapa ya holofetseng hoo a tsamayang ka melamu, kapa ya bolawang ka sabole, kapa eo e leng mokopakopa.” Ka mokgwa o jwalo Joabe le ngwanabo Abishai ba bolaya Abinere, hobane o ne a ile a bolaya ngwanabo bona Asaele, ha ba le ntweng Gibeone. Jwale Davida a re ho Joabe le ho batho bohle ba neng ba ena le yena: “Haholang diaparo tsa lona, le apare mekotla, le tsamaye kapele ho setopo sa Abinere le ntse le mo llela.” Kgosi Davida yena a sala setopo morao. Yaba ba epela Abinere motseng wa Heborone. Kgosi ya phahamisa lentswe la yona, ya llela lebitleng la Abinere. Setjhaba sohle sa lla. Kgosi ya llela Abinere, ya re: “Abinere, o shweletseng jwaloka tseketseke? O ne o sa tlangwa matsoho, maoto a hao a se mahlaahleleng a lethose; o shwele jwaloka ya bolawang ke balotsana.” Setjhaba sohle sa boela sa mo lella. Jwale setjhaba sohle sa tla ho Davida, sa re a je e sa ntsane e le motsheare, empa Davida a hlapanya, a re: “Modimo a nkotle tjena, le ho feta, haeba ekare letsatsi le eso dikele ka ja bohobe kapa ho hong feela.” Setjhaba sohle sa hlokomela ntho ena, mme sa e thabela. Eng kapa eng eo kgosi e neng e e etsa, setjhaba sohle se ne se bona e lokile. Jwale setjhaba sohle, le Baiseraele bohle ba tseba mohla letsatsi leo hore hase kgosi e bolaileng Abinere, mora wa Nere. Yaba kgosi e re ho bahlanka ba yona: “Na ha le tsebe hore kajeno, naheng ee ya Iseraele, ho shwele kgosana le mohlabani e moholo? Leha ke tlotsitswe hore ke be kgosi, kajeno ke a fokola. Banna bana, e leng bara ba Seruya, ba ntlhotse ka ho hloka mohau. Morena a ke a putse ya entseng bokgopo bona ho ya ka bokgopo boo ba hae.” Ha Ishe-Boshete, mora wa Saule, a utlwa hore Abinere o shweletse Heborone, a kgathala matla, mme Baiseraele bohle ba tshoha. Ishe-Boshete, mora wa Saule, o ne a ena le banna ba babedi, bao e neng e le balaodi ba mabothwana a hlaselang. Lebitso la e mong e ne e le Baana, e mong e le Rekabe. E ne e le bara ba Rimone wa Berote e naheng ya bana ba Benjamine, hobane Beerote le yona e ne e wela naheng ya ba morabe wa Benjamine. Baahi ba Beerote ba balehela Gitaime, mme ba ntse ba jakile teng le kajeno-ya-bokajeno. Jonathane, mora wa Saule, o ne a ena le mora ya neng a holofetse maoto. Ha pehi ya Saule le Jonathane e fihla, e etswa Jesereele, o ne a le dilemo di hlano. Mohodisi wa hae a mo nka, a baleha. Ka baka la ho baleha ka potlako ha mohodisi, moshanyana a wa, yaba o robeha maoto. Lebitso la hae e ne e le Mefiboshete. Jwale bara ba Rimone wa Mobeerote, bo-Rekabe le Baana, ba ya ha Ishe-Boshete, mme ha letsatsi le le hloohong tsa mengala ba fihla tlung ya hae, a sa ntse a le phomolong ya hara mpa ya motsheare. Bo-Rekabe le ngwanabo Baana ba kena ka tlung jwalokaha eka ba ilo reka koro, yaba ba mo hlaba tshweleseng mme ba baleha. E ne e ile ya re hoba ba kene ka tlung ba mo hlaba, ba mmolaya a ntse a paqame diphateng tsa hae. Ba mo kgaola hlooho, ba e nka, ba tsamaya bosiu bohle ka tsela ya Araba. Yaba ba isa hlooho ya Ishe-Boshete ho Davida a le Heborone, mme ba re ho kgosi: “Bona hlooho ya Ishe-Boshete, mora wa sera sa hao Saule, ya neng a rata ho o bolaya. Kajeno Morena o pheteditse monga ka kgosi ho Saule le ho bana ba hae.” Davida a araba Rekabe le ngwanabo Baana, bara ba Rimone wa Mobeerote, a re ho bona: “Ke hlapanya ka Morena ya phelang, ya mpholositeng ditsietsing tsohle, hore motho ya neng a mpehele, ha ke le Sikelage, a re ho nna: Bona, Saule o shwele, e le ha yena a nahana hore o ntliseditse ditaba tse monate, bakeng sa ho mo nea moputso ka baka la taba tseo tsa hae, ke ne ke mo tshware, ka mmolaya. Jwale ho tla ba jwang ha banna ba kgopo ba bolaile motho ya se nang molato, le hona a le diphateng ka tlung ya hae? Na ha ke tshwanele ho le ahlolela polao ya motho eo, ke le fedise lefatsheng?” Davida a laela bahlankana, ba ba bolaya, ba ba kgaola maoto le matsoho, ba ba fanyeha pela letshana le Heborone. Hlooho ya Ishe-Boshete yona ba e nka, ba e epela ka lebitleng la Abinere, Heborone. Merabe yohle ya Baiseraele ya ya ho Davida a le Heborone, ya bua, ya re: “Bona, re bana beno. Mehleng ya ha Saule e ne e le kgosi ya rona, e ne e le wena ya etellang Baiseraele pele ha ba futuha. Morena a na a re ho wena: O tla disa setjhaba sa ka sa Baiseraele, mme o tla ba kgosi ya Iseraele. ” Yaba baetapele bohle ba Iseraele ba ya ho kgosi e le Heborone. Kgosi Davida a etsa selekane le bona Heborone, kapele ho Morena, mme ba mo tlotsa hore e be kgosi ya Iseraele. Davida ha a qala ho busa o ne a ena le dilemo tse mashome a mararo, mme a busa ka dilemo tse mashome a mane. A busa morabe wa Juda ka dilemo tse supileng le dikgwedi tse tsheletseng a ntse a le Heborone, mme a busa Iseraele yohle le Juda yohle ka dilemo tse mashome a mararo a metso e meraro a le Jerusalema. Kgosi le banna ba yona ba ya Jerusalema, ba futuhela Bajebuse bao e neng e le baahi ba naha eo. Bajebuse ba re ho Davida: “O ke ke wa kena mona; difofu le diritsa di tla o thiba.” Ka ho rialo ba ne ba re: “Davida a ke ke a kena mona.” Leha ho le jwalo, Davida a hapa qhobosheane ya Sione, e leng yona motse wa Davida. Ka lona letsatsi leo Davida a re: “Mang kapa mang ya ratang ho bolaya Mojebuse, eka kgona a nyolohe ka mosele wa metsi, a bolaye dihlotsa tseno le difofu tseno, e leng tsona dira tse kgolo tsa Davida.” Ke ka hona ba reng: “Difofu le dihlotsa di ke ke tsa kena motseng.” Davida a aha qhobosheaneng eo, mme a e bitsa motse wa Davida. Yaba Davida o haha motse o potapotileng qhobosheane eo, ho tloha Milo ho ya qhobosheaneng. Davida a nna a tswela pele ho matlafala, mme Morena Modimo wa mabotho, a ba le yena. Hirame, kgosi ya Tire, a roma maqosa ho Davida. A romela difate tsa dikedare, le dibetli, le dihahi, mme tsa hahela Davida ntlo. Jwale Davida a bona hore efela Morena o mo hlomamisitse hore e be kgosi ya Iseraele, le hore o hodisitse mmuso wa hae ka baka la setjhaba sa hae sa Baiseraele. Hoba Davida a tlohe Heborone, a fihle Jerusalema, a boela a nka basadi ba mafielo, a nyala le basadi, mme a boela a tswallwa bara le baradi. Ana ke mabitso a bao a ileng a ba tswallwa ha a le Jerusalema: Shamua, le Shobabe, le Nathane, le Solomone, le Jibehare, le Eleshua, le Nefege, le Jafia, le Eleshama, le Eleada, le Elefelede. Ha Bafilesita ba utlwa hore Davida o tlotsitswe hore e be kgosi ya Iseraele, ba futuha bohle, ba ya tsoma Davida. Ha Davida a utlwa hona, a theohela qhobosheaneng. Bafilesita ba fihla, ba hwaramana ka kgohlong ya Refaime. Davida a botsa Morena, a re: “Na nka futuhela Bafilesita? Na o tla neelana ka bona matsohong a ka?” Morena a re ho Davida: “Futuha, hobane ke tla fela ke neelane ka Bafilesita matsohong a hao.” Yaba Davida o ya Baale-Perasime, o bolaela Bafilesita hona teng, mme a re: “Morena o ripitlile dira tsa ka jwalokaha eka di hoholwa ke metsi.” Ka lebaka leo a rea sebaka seo Baale-Perasime. Ha Bafilesita ba baleha ba siya medimo ya bona hona moo, Davida le banna ba hae ba e nka. Bafilesita ba boela ba nyoloha, ba fihla ba hwaramana ka kgohlong ya Refaime. Davida a boela a botsa Morena, mme Morena a re: “O se ke wa ba futuhela o ba tobile; o ba pote kamorao, o ba futuhele o se o hlaha pela difate tsa monokotshwai. Etlare ha o utlwa leswahlaswahla hodima difate tsa monokotshwai, ebe o a futuha, hobane Morena o tla be a o eteletse pele ho ya bolaya lebotho la Bafilesita.” Davida a etsa jwalokaha Morena a mo laetse, a bolaya Bafilesita ho tloha Geba ho ya fihla Gesere. Davida a boela a kgobokanya mokgetho wohle wa banna ba Iseraele, ba dikete tse mashome a mararo; a ema, a tsamaya le setjhaba sohle se neng se ena le yena. O ne a eya Baala e Juda, ho ya lata areka ya Modimo hona teng, e nang le lebitso, e leng lebitso la Morena wa mabotho, ya dutseng hodima dikerubime. Ba bea areka ya Modimo hodima kariki e ntjha, ba e ntsha ka tlung ya Abinadabe e neng e le leralleng. Bo-Usa le Ako, bara ba Abinadabe, ba qhoba kariki eo e ntjha. Ba ntsha areka ka tlung ya Abinadabe, e neng e le leralleng, mme Ako a etella areka eo ya Modimo pele. Davida le bohle ba ntlo ya Iseraele ba etsa motjeko kapele ho Morena, ba letsa diletsa tsa mefutafuta tse entsweng ka sefate sa modutu; ba letsa le diharepa, le dikatara, le meropa, le merutlhwana, le matlheretlhere. Ha ba fihla seotlong sa Nakone, Usa a otlollela letsoho la hae arekeng ya Modimo, a e tshwara, hobane dipholo di ne di kgothometseha. Bohale ba Morena ba tlokomela Usa, mme Modimo a mmolaya ka baka la ho ama areka. A shwela hona moo pela areka ya Modimo. Davida a tshwenyeha haholo, hobane Morena o ne a bolaile Usa; yaba sebaka seo o se rea lebitso la Kotlo ya Usa, mme le kajeno-ya-bokajeno se ntse se bitswa jwalo. Ka lona letsatsi leo Davida a tshaba Morena, mme a re: “Ekaba areka ya Morena e tla ya jwang ha ka?” Yaba Davida o se a tshaba ha areka ya Morena e iswa Motseng wa Davida, mme a e isa tlung ya Obede-Edomo wa Mogate. Areka eo ya Morena ya qeta kgwedi tse tharo e le ha Obede-Edomo wa Mogate. Morena a hlohonolofatsa Obede-Edomo le bohle ba ntlo ya hae. Jwale Kgosi Davida a tsebiswa, ha thwe: “Morena o hlohonolofaditse lelapa la Obede-Edomo, le tsohle tseo e leng tsa hae, ka baka la areka ya Modimo.” Davida a tsamaya, a ya lata areka ya Modimo tlung ya Obede-Edomo, a e isa Motseng wa Davida ka thabo. Yare ha ba jereng areka ya Morena, ba tsamaile mehato e tsheletseng feela, Davida a nyehella Morena ka sehlabelo sa pholo le namane e nontshitsweng. Davida a apara setipe se entsweng ka lesela la lene, a hobela ka matla a hae kaofela, a isa hlompho ho Morena. Yaba Davida le bohle ba ntlo ya Iseraele, ba nyolla areka ya Morena ka mehoo le ka ho letsa lenaka. Ha areka ya Morena e kena Motseng wa Davida, Mikale, moradi wa Saule, a sheba ka fesetere, mme a bona kgosi Davida a ntse a tlala, a etsa menyakwe kapele ho Morena; a mo nyedisa ka pelong ya hae. Ba tlisa areka ya Morena, ba e bea ditulong tsa yona, bohareng ba tente eo Davida a neng a e hlometse yona. Davida a etsetsa Morena dinyehelo tsa setjheso, le dinyehelo tsa teboho. Hoba Davida a qete ho etsa dinyehelo tsa setjheso, le dinyehelo tsa teboho, yaba o hlohonolofatsa setjhaba ka lebitso la Morena wa mabotho. Jwale a abela e mong le e mong wa setjhaba sohle, le letshwele lohle la Baiseraele, banna le basadi, leqebekwane la bohobe, le leqa la nama e besitsweng, le leqebekwane la mangangajane a morara. Yaba setjhaba sohle se a qhalana, e mong le e mong o ya ha hae. Ha Davida a kgutlela lapeng ho ya hlohonolofatsa lelapa la hae, Mikale, moradi wa Saule, a tswa ho kgahlanyetsa Davida, mme a re: “Kajeno kgosi ya Iseraele ya tla ya itlhompha bo! E ile ya ipeketla kapele ho makgabunyane a bahlanka ba yona, jwaloka e mong wa bafo ha a ipeketla a se na dihlong!” Yaba Davida o re ho Mikale: “Ke ne ke hobella Morena ya nkgethileng ho ena le ntatao le ba ntlo ya hae yohle, hore ke be kgosi ya setjhaba sa Morena sa Baiseraele; ke ka baka leo ke neng ke hobela kapele ho Morena. Ke hona ke sa tla itlotlolla le ho feta mona, ke be ke bone hore ke itheoletse fatshe, empa makgabunyane ao, ao o buang ka wona, wona a tla ntlhompha.” Mikale, moradi wa Saule, ha a ka a ba le ngwana ho fihlela a eshwa. Ha kgosi e se e dutse, e tsitsitse tlung ya yona, Morena a se a e phomoditse kahohle ho dira tsa yona, ya re ho moporofeta Nathane: “Ako bone, nna ke dula tlung e hahilweng ka dithupa tsa dikedare, empa areka ya Morena yona e dula kahara masira.” Nathane a re ho kgosi: “Tsamaya o yo etsa tsohle tseo o di hopotseng, hobane Morena o na le wena.” Hona bosiung boo lentswe la Morena la fihla ho Nathane, la re: “Tsamaya o yo bolella mohlanka wa ka Davida, o re: Morena o bua tjena: Na ke wena ya tla nkgahela ntlo eo ke tla dula ho yona? Ho tloha mohla ke nyollang bana ba Iseraele Egepeta, ho fihlela kajeno, ha ke eso ka ke dula ka tlung; ke tsamaile ke le ka tenteng, le ka leahong. Dibakeng tsohle tseo ke tsamaileng ho tsona le bana ba Iseraele, na nkile ka botsa e mong wa baahlodi ba Iseraele, bao ke neng ke ba laele ho disa setjhaba sa ka sa Baiseraele, ka re: Ke hobaneng ha o sa nkgahela ntlo ya dithupa tsa dikedare? ” “Ka baka lena, o tle o bolelle mohlanka wa ka Davida, o re Morena wa mabotho o bua tjena: Ke ne ke o late motebong, moo o neng o disa dinku teng hore o tlo ba mmusi wa setjhaba sa ka sa Baiseraele. Ke bile le wena hohle moo o nnileng wa ya teng, mme ke timeditse dira tsa hao tsohle. Ke tla tumisa lebitso la hao jwaloka mabitso a ba tumileng ba teng lefatsheng mona. Ke tla kgethela setjhaba sa ka sa Baiseraele sebaka, ke se bee ho sona, e le hore se tle se phele sebakeng seo e leng sa sona, se se ke sa hlola se tshwenyeha. Batho ba kgopo ba ke ke ba hlola ba se tshwenya jwaloka pele, ha ke tla be ke kgethele setjhaba seo sa ka sa Baiseraele baahlodi. Ke tla o phomotsa ho dira tsa hao tsohle. Morena o o boleletse hore o tla hodisa lelapa la hao. Ha o se o shwele, mme o se o ithobaletse ho bo-ntatao, ke tla o hlahisetsa mora ya tla tswa lethekeng la hao, mme ke tiise mmuso wa hae. O tla nkgahela ntlo, mme ke tla tiisa terone ya mmuso wa hae kamehla yohle. Ke tla ba ntatae, mme yena e be mora wa ka, empa haeba a ka etsa bokgopo, ke tla mo otla ka thupa e kgalemelang bana, le ka meupa eo batho ba e shapang bana ba bona. Feela nke ke ka kgaotsa ho mo hauhela, jwalokaha ke ile ka kgaotsa ho hauhela Saule, eo ke ileng ka mo hleka tseleng ya hao. Ntlo ya hao, le mmuso wa hao, ke tla di tiisa kamehla yohle. Terone ya hao e tla tsitsa kamehla yohle. ” Nathane a phetela Davida ditaba tsena tsohle ho ya kamoo a di senoletsweng kateng. Jwale kgosi Davida a kena ka tenteng, a dula kapele ho Morena, mme a re: “Oho, Morena Modimo, ekaba nna ke mang? Ekaba lelapa la ka ke eng, hoo o mphihlisitseng hole hakaale? Oho, Morena, ho a bonahala hore ho wena tsena e ne e sa le dinyane, hobane o boetse o buile ka seo o se reretseng lelapa la mohlanka wa hao nako e sa le hole. Oho, Morena Modimo, le tsena o di tsebisitse mothwana ya kang nna! “Ekaba Davida a ka hlola a sa reng ho wena? Ke wena ya tsebang mohlanka wa hao, oho, Morena Modimo! “Ka baka la tshepiso ya hao, le ka baka la ho rata ha hao, o entse tsena tse kgolo, hore mohlanka wa hao a di tsebe. “Ka baka lena o moholo, wena Morena Modimo, hobane ha ho ya kang wena; ebile hape ha ho Modimo e mong ntle ho wena, ho ya ka tsohle tseo re di utlwileng ka ditsebe tsa rona. Ke setjhaba sefe se kang setjhaba sa hao sa Baiseraele, e leng sona feela moo lefatsheng, seo Modimo a kileng a ya se lopolla hore e be setjhaba sa hae, mme se tumise lebitso la hae? Ke sefe setjhaba seo wena o kileng wa se etsetsa tse kgolo, tse tshabehang naheng ya hao, ka ho hleka matjhaba le medimo ya wona tseleng ya setjhaba sa hao, seo o se lopolotseng Egepeta? Setjhaba sa Iseraele o se entse setjhaba sa hao sa kamehla yohle, mme wena Morena, o Modimo wa sona. “Jwale he, wena Morena Modimo, tshepiso eo o e etseditseng mohlanka wa hao, le lelapa la hae, o ke o e phethahetse kamehla yohle, mme o etse kamoo o buileng kateng. Lebitso la hao le ke le tumiswe kamehla yohle, batho ba re: Morena wa mabotho ke Modimo wa Iseraele! Ntlo ya Davida, mohlanka wa hao, e tla tiya kamehla yohle. “Wena, Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o senoletse mohlanka wa hao, wa re: Ke tla o hahela ntlo; ka baka lena ke bile sebete ho o rapela ka thapelo ena. Wena Morena Modimo, ke wena feela o leng Modimo, mme dipolelo tsa hao ke tsa nnete. O tshepisitse mohlanka wa hao taba ena e molemo. Ka baka lena ako hlohonolofatse lelapa la mohlanka wa hao, hore le nne le be tlhokomelong ya hao kamehla yohle, hobane wena Morena Modimo, o tshepisitse jwalo. O ke o hlohonolofatse lelapa la mohlanka wa hao ka tlhohonolofatso ya hao kamehla yohle.” Kamora tsena, Davida a hlola Bafilesita, a ba busa. A hlola Bamoabe, a re ba paqame fatshe, a ba bala; hlopheng se seng le se seng sa bathopuwa ba bararo a bolaya ba babedi, a siya a le mong. Bamoabe ya eba bahlanka ba Davida, ba mo thellang. Davida a hlola Hadade-Esere, mora wa Rehobe, kgosi ya Soba, ha Hadade-Esere a ne a ilo tsosa puso ya hae pela noka ya Euferatese. Davida a hapa banna ba Hadade-Esere ba dipere ba sekete le makgolo a supileng, le ba ditaaso ba dikete tse mashome a mabedi. Dipere tsohle tse hulang dikariki tsa ntwa a di kgaola mesifa, a siya feela tse lekaneng ho hula dikariki tsa ntwa tse lekgolo. Ha Baarame ba Damaseka ba eya ho ya thusetsa Hadade-Esere, kgosi ya Soba, Davida a bolaya banna ba Baarame ba dikete tse mashome a mabedi. Davida a hloma diahelo tsa mabotho naheng ya Baarame e Damaseka, mme Baarame ya eba bahlanka ba Davida ba mo thellang. Morena a thusa Davida hohle moo a neng a futuhela teng. Davida a nka dithebe tsa bahlabani ba Hadade-Esere tse neng di entswe ka kgauta, a di isa Jerusalema. Metseng ya Beta le Berotai, eo e neng e le ya Hadade-Esere, kgosi Davida a nka lethose le lengata. Ha Toi, kgosi ya Hamate, a utlwa hore kgosi Davida o hlotse lebotho lohle la Hadade-Esere, a romela mora wa hae Jorame ho Davida, ho ya mo dumedisa le ho mo lebohela ha a lwantshitse Hadade-Esere, mme a mo hlotse, hobane Hadade-Esere o ne a ile a lwantsha Toi hangata. Jorame a isetsa Davida dintho tse entsweng ka silefera, le ka kgauta, le ka lethose. Le tsona kgosi Davida a di kgethela Morena, hammoho le silefera le kgauta eo a e hapileng ho ditjhaba tsohle tseo a ileng a di hlola, e leng Baarame, le Bamoabe, le Baamone, le Bafilesita, le Baamaleke, le kgapo eo a e nkileng ho Hadade-Esere, mora wa Rehobe, kgosi ya Soba. Lebitso la Davida la tuma haholo hoba a hlole Baarame ka Kgohlong ya Letswai, moo a ileng a bolaya banna ba dikete tse leshome le metso e robedi. A hloma diahelo tsa mabotho naheng yohle ya Edomo, mme baahi bohle ba Edomo ya eba bahlanka ba hae. Morena a thusa Davida hohle moo a yang teng. Davida a busa naha yohle ya Iseraele. A ahlolela setjhaba sohle sa hae ka toka le ka nnete. Joabe, mora wa Seruya, ya eba molaodi wa mabotho; Jehoshafate, mora wa Ahilode, yena ya eba mongodi wa diketsahalo. Sadoke, mora wa Ahitube, le Ahimeleke, mora wa Abiatare, bona ya eba baprista; Serahiya yena ya eba mongodi wa puso. Benaya, mora wa Jehoyada, o ne a laola Bakerete le Bapelete; bara ba Davida bona e le batlatsi. Davida a botsa, a re: “Na ho sa na le e mong ya setseng wa ntlo ya Saule, eo nka mo etsetsang molemo ka baka la Jonathane?” Ho ne ho ena le mohlanka wa lelapa la Saule, ya neng a bitswa Siba. Ha a se a bitseditswe ho Davida, kgosi ya re ho yena: “Na ke wena Siba?” Yena a re: “Ke nna mohlanka wa hao, Siba.” Kgosi ya re: “Na ho sa na le e mong wa lelapa la Saule, eo nka mmontshang lerato la Modimo?” Siba a re ho kgosi: “Jonathane o ntse a ena le mora, feela o holofetse maoto.” Kgosi ya re ho yena: “O kae?” Siba a re ho kgosi: “O Lo-Dabare, lapeng la Makiri, mora wa Amiele.” Yaba kgosi Davida o roma maqosa Lo-Dabare ho ya lata Mefiboshete, lapeng la Makiri, mora wa Amiele. Ha Mefiboshete, mora wa Jonathane, setloholo sa Saule, a fihla ho Davida, a itihela fatshe ka sefahleho, a isa hlompho. Davida a re: “Mefiboshete!” Yena a araba, a re: “Ke nna enwa, mohlanka wa hao!” Davida a re ho yena: “O se ke wa tshaba, hobane ruri ke tla o etsetsa molemo ka baka la ntatao Jonathane. Ke tla o buseletsa naha yohle ya ntataomoholo Saule, mme ke tla o fepa kamehla.” Mefiboshete a obama, a re: “Ebe nna, mohlanka wa hao, ke eng, hoo o ka tsotellang ntja e shweleng, e kang nna tjee?” Jwale kgosi ya bitsa Siba, mohlanka wa Saule, ya re ho yena: “Tsohle tseo e neng e le tsa Saule le tsa lelapa lohle la hae, ke di neile mora wa monga hao. Ka baka leo, wena le bara ba hao, le bahlanka ba hao, le tla mo lemela, le be le mo kotulele, e le hore mora wa monga hao a tle a be le dijo. Empa Mefiboshete, mora wa monga hao, o tla ja le nna kamehla.” Siba o ne a ena le bara ba leshome le metso e mehlano, le bahlanka ba mashome a mabedi. Yaba Siba o re ho kgosi: “Nna, mohlanka wa hao, ke tla etsa tsohle tseo monga ka a ntaelang tsona.” Mefiboshete a ja le kgosi, jwalokaha eka ke e mong wa bara ba kgosi. Mefiboshete o ne a ena le mora ya neng a sa le monyenyane, lebitso la hae e le Mmika. Bohle ba neng ba phela lapeng la Siba e ne e le bahlanka ba Mefiboshete. Yaba Mefiboshete o aha Jerusalema, a nna a ja le kgosi, le hoja a ne a holofetse maoto a mabedi hakaalo. Kamorao ho mona, kgosi ya Baamone ya eshwa, mme Hanune, mora wa yona, a e hlahlama. Davida a re: “Hanune, mora wa Nahashe, ke tla mo etsetsa tse molemo, jwalokaha ntatae a ile a nketsetsa tse molemo.” Ka baka leo, Davida a roma bahlanka ba hae ho mo isetsa matshediso, ka baka la lefu la ntatae. Ha bahlanka ba Davida ba fihla naheng ya Baamone, mahosana a Baamone a re ho Hanune, monga wona: “O bona eka ke hobane Davida a tlotla ntatao ha a rometse maqosa ho tla o tshedisa? Na hase ho tla hlahloba motse, le ho o hlwela, hore a tle a o hape?” Yaba Hanune o tshwara bahlanka ba Davida, o ba beola ditedu tsa mohlaare o mong, o hahola diaparo tsa bona ka lehare, ho ya fihla dibonong, a nto re ba tsamaye. Hoba Davida a bolellwe taba ena, a re ba yo kgahlanyetswa, hobane bao ba ne ba hlabilwe ke dihlong haholo. Yaba kgosi Davida o re ho bona: “Dulang moo Jeriko ho fihlela ditedu tsa lona di hlomela, ebe jwale le a kgutla.” Ha Baamone ba bona hore ba kgopisitse Davida, ba ya hira Baarame ba ahileng Bete-Rehobe, le ba ahileng Soba. E ne e le banna ba ditaaso ba dikete tse mashome a mabedi. Kgosi ya Maaka yona e ne e ena le banna ba sekete, ha banna ba Tobe bona ba ne ba le dikete tse leshome le metso e mmedi. Ha Davida a utlwa taba ena, a romela Joabe le lebotho lohle la bahlabani. Baamone ba tswa, ba thea theko ya ntwa kgorong ya motse. Baarame ba tswang Soba, le ba tswang Rehobe, le banna ba tswang Tobe le Maaka, bona ba ne ba le naheng ba le bang. Ha Joabe a bona hore ba direng ba mo hlahile kapele le kamorao, a kgetha mokgetho hara bahale bohle ba Baiseraele, a o emisa ka theko, wa thulana le Baarame. Bahlabani ba bang bona a ba bea tlasa taolo ya ngwanabo, Abishai, le bona ba thea theko, ba thulana le Baamone. Joabe a re: “Haeba Baarame ba ka nkimela, wena o tla nthusetsa; le wena, haeba o ka imelwa ke Baamone, ke tla o thusetsa. Tiisa matla, re lwanele setjhaba sa habo rona, le metse ya Modimo wa rona ka sebete. Morena a ke a etse seo yena a bonang hore se lokile.” Jwale Joabe le bahlabani ba neng ba ena le yena ba atamela thekong ya ntwa, mme ditheko tsa kopana. Baarame ba ba baleha. Ha Baamone ba bona hore Baarame ba balehile, le bona ba baleha Abishai, ba ba ba ya kena motseng. Jwale Joabe a kgaotsa ho ba phaladisa, a kgutlela Jerusalema. Ha Baarame ba bona hore Baiseraele ba ba hlotse, ba boela ba kgobokanya mabotho. Hadade-Esere a laela hore ho latwe Baarame ba neng ba le kamose wane ho Noka. Baarame bao ba fihla Helame, ba ena le Shobake, molaodi wa mabotho a Hadade-Esere, a ba eteletse pele. Ha Davida a tsebiswa hona, a kgobokanya bahlabani bohle ba Baiseraele, a tshela Jorodane, a fihla Helame. Baarame ba thea theko ya ntwa, ba lwantsha Davida. Baarame ba baleha Baiseraele. Davida a bolaya Baarame ba makgolo a supileng ba palamang dikariki tsa ntwa, le banna ba dikete tse mashome a mane ba palamang dipere. A bolaya le Shobake, molaodi wa mabotho a bona, mme a shwela hona moo. Ha dikgosi tsohle tse buswang ke Hadade-Esere di bona hore Baiseraele ba di hlotse, tsa etsa kgotso le bona, tsa ba sebeletsa. Ka baka leo, Baarame ba tshaba ho nna ba thusetsa Baamone. Ha selemo se thwasa, e leng nako eo dikgosi di yeng di futuhe ka yona, Davida a roma Joabe, a ena le balaodi ba hae, le bahlabani bohle ba Baiseraele. Ba timetsa Baamone, ba thibella Raba. Empa Davida yena o ne a setse Jerusalema. Ka tsatsi le leng, motsheare wa mantsiboya, Davida a tsoha diphateng tsa hae. Ha a ntse a otlolla maoto hodima marulelo a ntlo ya bokgosi, a bona mosadi a ntse a tola. Mosadi eo o ne a le motle haholo. Davida a romela leqosa ho ya botsa hore na mosadi eo ke mang. Leqosa leo la tla le re: “Ke Batesheba, moradi wa Eliame, mosadi wa Uriya wa Mohete.” Davida a romela maqosa ho ya mo lata. Mosadi eo a tla, mme Davida a robala le yena. Mosadi enwa o ne a sa tswa hlatswa lehatlelo la hae. Kamora moo, mosadi a kgutlela ha hae. Mosadi eo a ithwala; yaba o romela molaetsa ho Davida, o re: “Ke ithwetse.” Davida a romela molaetsa ho Joabe, a re: “Ere Uriya wa Mohete a ke a tle kwano.” Joabe a romela Uriya ho Davida. Ha Uriya a fihla ho yena, Davida a mmotsa hore na Joabe o phela jwang le mabotho, le hore na ntwa e tsamaya jwang. Davida a re ho Uriya: “Eya lapeng, o yo phomola.” Uriya a tswa ka tlung ya bokgosi, mme kgosi ya mo romela dijo tse ngata. Empa Uriya a ithoballa monyakong wa ntlo ya bokgosi, a ena le bahlanka bohle ba kgosi, a se ke a ya ha hae. Davida a bolellwa, ha thwe: “Uriya ha a a ka a ya lapeng.” Yaba Davida o re ho Uriya: “Ha ke re o tswa leetong? Jwale ke hobaneng o sa kang wa ya lapeng ha hao?” Uriya a re ho Davida: “Areka e dutse ka tenteng; Baiseraele, le ba morabe wa Juda, le bona ba dutse ka ditenteng; le monga ka Joabe le bahlabani ba monga ka ba hlomme hara naha; jwale nna nka ya lapeng ha ka jwang, ho ya ja, le ho ya nwa, le ho ya robala le mosadi wa ka? Ke hlapanya ka wena, ntho e tjena nke ke ka e etsa!” Davida a re ho Uriya: “Le kajeno emisa mona, mme hosasane ke tla o lokolla, o tsamaye.” Ka baka leo, Uriya a hlola Jerusalema letsatsing leo, le le hlahlamang. Davida a mo mema, a fihla a ja, a nwa, mme Davida a mo tahisa. Ka phirimana yona eo, Uriya a ithoballa le bahlanka ba monga hae, empa ha e le tlung ha hae, teng a se ke a ya. Hoseng Davida a ngolla Joabe, mme lengolo leo a le neeletsa Uriya. Lengolong moo Davida o ne a ngotse, a itse: “Bea Uriya kamoo ntwa e leng mahlomafubedu kateng, ebe lona le a tjhetjha, a tle a hlajwe, a shwe.” Ha Joabe a ntse a patetse motse, a isa Uriya thekong eo a tsebang hore ho yona ho eme bahale. Bahlabani ba motse oo ba tswa, ba lwantsha Joabe. Bahlabani ba bang ba Davida ba bolawa; le Uriya wa Mohete le yena a bolawa. Jwale Joabe a romela molaetsa, a tsebisa Davida tsohle tse amanang le ntwa. A laela leqosa, a re: “Ha o qetile ho phetela kgosi tsohle tse amanang le ntwa, eba kgosi e a halefa, e re ho wena: Ke ka baka lang le ileng la lwanela haufi le motse hakaalo? Na le ne le sa tsebe hore ba tla le fula ka metsu, ba le hodima lerako? Ke mang ya neng a bolaye Abimeleke, mora wa Jerubeshete? Na hase mosadi ya neng a le hodima lerako, ya neng a mmate ka tshilwana, mme Abimeleke a shwella Tebese? Ke hobaneng le ileng la atamela pela lerako hakaalo? Jwale wena o tle o re ho yena: Le mohlanka wa hao, Uriya wa Mohete, o bolailwe. ” Yaba leqosa le a tsamaya, le fihla ho Davida, le mo phetela tsohle tseo Joabe a neng a le romile tsona. Leqosa lena la re ho Davida: “Banna bano ba ile ba re fekisa. Ba ile ba tswa motseng, ba ya re lwantshetsa naheng, empa ra ba tjhetjhisa ho ya fihla kgorong ya motse. Ba diqha, ba le hodima lerako, ba fula bahlanka ba hao, mme ba bang ba bahlanka ba kgosi ba ile ba bolawa; le mohlanka wa hao, Uriya wa Mohete, o bolailwe.” Davida a re ho leqosa: “O tle o re ho Joabe: Ntho ena e se ke ya ba ya o tshwenya, hobane sabole e nne e etse tse tjena. Tiisang matla, le futuhele motse ono, le o ripitle. Wena o mo kgothatse jwalo.” Ha mosadi wa Uriya a utlwa hore monna wa hae o bolailwe, a mo aparela bofifi. Ha nako ya bofifi ba hae e se e fetile, Davida a romela maqosa ho lata Batesheba, mme a mo isa tlung ya hae, ya eba mosadi wa hae. A tswalla Davida mora. Empa ntho ena eo Davida a neng a e entse ya se ke ya kgahla Morena. Morena a romela Nathane ho Davida. Nathane a fihla ho yena, a re: “Motseng o mong ho ne ho ena le banna ba babedi, e mong a ruile, e mong a futsanehile. Morui o ne a ena le mehlapehlape ya dikgutshwane le ya dikgomo; athe mofutsana yena o ne a se na letho, haese konyanyana e le nngwe feela, e tshehadi, eo a neng a e rekile, a e hlokometse haholo. E ne e holela ha hae le bana ba hae, e eja dijo tsa hae, e nwella senwelong sa hae, a e sika sefubeng sa hae jwalokaha eka ke moradi wa hae. “Ha fihla moeti ha monna wa morui. Morui enwa a ba lekgonatha ho nka phoofolo mohlapeng wa hae wa dikgutshwane, kapa mohlapeng wa hae wa dikgomo, ho hlabela moeti enwa wa hae. Empa a nka konyana ya sethole ya mofutsana, mme a e hlabela moeti ya tjhaketseng ha hae.” Kgalefo ya Davida ya tlokomela monna enwa wa morui, a re ho Nathane: “Ke hlapanya ka Morena ya phelang, monna enwa ya entseng ntho ena o lokelwa ke ho bolawa; a be a lefe konyana eo ka tse nne, hobane a hlokile mohau, a entse ntho ena e mpe.” Nathane a re ho Davida: “Monna eo ke wena. Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena: Ke o tlotseditse hore o be kgosi ya Iseraele, ke o lopolotse matsohong a Saule. Ke o neile moradi wa monga hao, le basadi ba monga hao ke o neile bona. Ke o neile mmuso wa Iseraele, le mmuso wa Juda. Hoja tseo di ne di fokola, nkabe ke o ekeleditse le ho feta moo. Jwale ke ka baka lang o nyedisitseng lentswe la Morena, hore ebe o entse ntho e fahlang Morena? O bolaile Uriya wa Mohete ka sabole, wa inkela mosadi wa hae hore e be mosadi wa hao, monna wa hae o mmolaile ka sabole ya Baamone. Ka baka leo, sabole e tla bolaya ba lelapa la hao kamehla yohle, hobane o nnyedisitse, wa inkela mosadi wa Uriya wa Mohete, hore e be mosadi wa hao. “Morena o bua tjena: Bona, ke tla o hlahisetsa bobe kahare ho ntlo ya hao. Ke tla nka basadi ba hao moo o ntseng o bona, ke ba nee ya ahisaneng le wena, mme eo o tla robala le bona letsatsi le tjhabile. Hoo o ho entseng o ho entse ka lekunutu, empa nna ntho ena ke tla e etsa moo Baiseraele bohle ba ntseng ba bona, tsatsi le tjhabile. ” Davida a re ho Nathane: “Ke sitetswe Morena.” Yaba Nathane o re ho Davida: “Le Morena o hlakotse sebe sa hao; ha o na ho shwa. Leha ho le jwalo, ka lebaka la hobane o nyedisitse Morena ka ho etsa ntho ena, ngwana enwa eo o tla mo tswallwa, yena o tla shwa.” Yaba Nathane o ikela tlung ya hae. Morena a otla ngwana eo mosadi wa Uriya a ileng a mo tswalla Davida. Ngwana eo a kula haholo. Davida a rapella ngwana eo ho Modimo, a itima dijo. Bosiu, ha a robala, o ne a robala fatshe. Baholo ba ntlo ya hae ba ne ba ye ba tle, ba eme pela hae, hore ba mo phahamise fatshe. Empa a se ke a phahama, le ho ja le bona a se ke a eja. Ka letsatsi la bosupa ngwana a shwa. Bahlanka ba Davida ba tshaba ho mmolella hore ngwana o shwele, hobane ba ne ba re: “Bonang, ha ngwana a ne a sa phela, re ne re ye re bue le yena, ebe ha a re mamele. Ekaba jwale re tla mmolella jwang hore ngwana o shwele? A ka tshoha a intsha kotsi!” Empa Davida a elellwa hore bahlanka ba hae ba ntse ba hwesheletsana, mme a utlwisisa hore ngwana o shwele. Yaba Davida o re ho bahlanka ba hae: “Na ngwana o shwele?” Ba re: “E, o shwele.” Davida a phahama fatshe, a itlhatswa, a itlotsa, a apara diaparo disele, a ya tlung ya Morena, mme a rapela. Jwale a kgutlela tlung ya hae, a kopa dijo, ba mo ngwathela, a ja. Jwale bahlanka ba hae ba re ho yena: “Ke ntho nngwe ee eo o e entseng? Ha ngwana a sa phela o ile wa itima dijo, wa lla, empa jwale ha ngwana a shwele o a phahama, mme o a ja.” Davida a re ho bona: “Ha ngwana a ne a sa phela ke ile ka itima dijo, ka lla, hobane ke ne ke re: Ke mang ya tsebang haeba mohlomong Morena a ka tshoha a nkgauhela, mme ngwana a phela?>*** Empa jwale ngwana o shwele; nka itima dijo ka lebaka lefe? Na nka boela ka mo kgutlisa? Ke nna ya tla ya ho yena, empa yena a ke ke a tla ho nna.” Davida a tshedisa mosadi wa hae Batesheba. A kena dikobong tsa hae, a robala le yena. Batesheba a tswala mora, mme Davida a mo rea lebitso la Solomone. Morena a rata Solomone. Morena a roma moporofeta Nathane, hore a yo mo reela ngwana eo lebitso la Jedideya. Joabe a futuhela Raba, motse wa Baamone wa bokgosi, mme a o hapa. Yaba o roma maqosa ho Davida, o re: “Ke futuhetse motse wa Raba, ke hapile le didiba tsa wona. Ka baka leo he, kgobokanya bahlabani ba setseng, o tlo etsetsa motse ona thibella, o o hape, esere nna ka o hapa, mme wa reellwa ka nna.” Yaba Davida o kgobokanya bahlabani bohle, o ya Raba, o a e futuhela, o a e hapa. A rodisa kgosi ya motse oo mofapahlooho wa yona wa kgauta, oo boima ba wona e neng e ka ba dikilo tse mashome a mararo a metso e mehlano. O ne o kgabisitswe ka lehakwe la bohlokwa, mme Davida a ithwesa wona. Davida a tswa motseng oo a haharile kgapo e ngata. A hapa le baahi ba motse oo. A ba sebedisa ka disakga, le ka dipeke, le ka dilepe; a ba sebedisa le diboping tse besang setene. Metse yohle ya Baamone o ne a ye a e etse tjena. Yaba Davida o kgutlela Jerusalema le bahlabani bohle. Abosalome, mora wa Davida, o ne a ena le kgaitsedi e ntle. Lebitso la yona e le Tamare. Amanone, mora wa Davida wa ntlo e nngwe, o ne a rata Tamare haholo. Amanone a tshwenyeha haholo, hoo a bileng a kula ka baka la ho rata kgaitsedie, Tamare. Tamare e ne e sa le morwetsana, mme Amanone a sitwa ho mo etsa letho. Amanone o ne a ena le motswalle ya bohlale haholo, ya neng a bitswa Jonadabe. E ne e le mora wa Shima, ngwanabo Davida. Jonadabe a re ho Amanone: “Ngwana kgosi ya ka, molato keng ha o ntso fella dikobong tjee, ka tsatsi le leng le le leng? Ako mpolelle hle!” Amanone a re ho yena: “Ke rata Tamare, kgaitsedi ya moreso Abosalome.” Jonadabe a re ho yena: “Tsamaya o yo robala, o ikudise; e tle ere ha ntatao a tlilo o hlwela o re ho yena: Ntate, ke a o kopa: Ere kgaitsedi ya ka Tamare a ke a tle kwano, a tlo ntokisetsa dijo ke ntse ke mo shebile, a nngwathele ka letsoho la hae, ke je. ” Yaba Amanone o a robala, o a ikudisa. Ha kgosi e tlile ho mmona, Amanone a re ho yona: “Ke a o kopa: Ako re kgaitsedi ya ka Tamare a tle kwano, a tlo nketsetsa dikuku tse seng kae, ke ntse ke mo shebile, mme a mphe tsona ka letsoho la hae, ke je.” Davida a romela molaetsa ho Tamare, lapeng, a re: “Eya ha kgaitsedi ya hao Amanone, o yo mo lokisetsa dijo.” Yaba Tamare o ya ha kgaitsedi ya hae Amanone, mme a fumana a robetse. A nka hlama, a e duba Amanone a ntse a mo shebile, yaba o pheha dikuku. Tamare a tshola pane, a bea dikuku kapele ho Amanone. Empa Amanone a hana ho ja, a re: “Ere banna bohle ba tswe.” Yaba banna bohle ba a tswa. Jwale Amanone a re ho Tamare: “Tlisa dijo ka kamoreng, o mphe tsona ka letsoho la hao, ke je.” Tamare a nka dikuku tseo a di apehileng, mme a di isa ho Amanone, kgaitsedi ya hae, a le ka kamoreng. Yare ha a re o mo nea tsona hore a je, Amanone a mo qhautsa ka letsoho, a re ho yena: “Tlo robale le nna, kgaitsedi ya ka!” Empa Tamare a re ho yena: “Tjhe, kgaitsedi, o se ke wa nqobella, hobane naheng ya Iseraele ha ho etswe tjena. Se ke wa etsa ketso ena e manyala. Nka shebana le batho jwang, ke dihlong? Le wena o tla ba e mong wa banna ba kgopo naheng ya Iseraele. Ka baka lena, ako buisane le kgosi, ke a o kopa, hobane ha e ka ke ya o hanela ka nna.” Empa Amanone a se ke a mo mamela. Kaha a ne a le matla ho feta Tamare, a mmeta, a mo robala. Jwale Amanone a mo hloya haholo, mme lehloyo la hae le ne le feta lerato leo a neng a mo rata ka lona pele. Yaba Amanone o re ho yena: “Ema, o tsamaye!” Tamare a re ho Amanone: “Tjhe! Ho nteleka jwale ke phoso e kgolo, e mpe le ho feta eo o nkentseng yona.” Empa le mona Amanone a se ke a mo mamela. Yaba o bitsa mohlankana ya mo sebeletsang, o re: “Ntsha mosadi enwa ka mona hona jwale! O mo notlelle kantle!” Mosadi enwa o ne a apere seaparo se mebalabala, hobane baradi ba kgosi, bao e ntseng e le barwetsana, ba ne ba apara jwalo. Mohlanka wa Amanone a ntsha Tamare, a mo notlella kantle. Tamare a nka molora, a itshela ka wona hloohong, a hahola seaparo sa hae se mebalabala, seo a neng a se apere, a itshwara hloohong, a tsamaya a ntse a bokolla haholo. Yaba Abosalome, kgaitsedi ya Tamare, o re ho yena: “Na kgaitsedi ya hao Amanone, o robetse le wena? Kgutsa hle, kgaitsedi! Amanone ke kgaitsedi ya hao ya lapa le leng. Lebala taba ena.” Ka mokgwa o jwalo, Tamare a dula tlung ya Abosalome, kgaitsedi ya hae, a hlomohile. Ha kgosi Davida a utlwela ditaba tsena tsohle, a halefa haholo. Abosalome a se ke a hlola a buisana ntho efe kapa efe le Amanone, hobane o ne a hloile Amanone, kaha o ne a ile a beta Tamare, kgaitsedi ya hae. Kamora dilemo tse pedi, Abosalome a etsa letsema la ho kuta dinku mane Baale-Hasore e pela Efraime. Yaba o mema bara bohle ba kgosi, mme a fihla ho kgosi, a re: “Bona, mohlanka wa hao o na le letsema la ho kuta dinku. Ke kopa kgosi hore e ke e ye le bahlanka ba yona, mmoho le nna mohlanka wa hao.” Kgosi ya re ho Abosalome: “Tjhe, ngwanaka, a re se ke ra ya bohle, esere ra tshoha re o imela.” Abosalome a pheella kgosi, empa ya se ke ya ya, ya mpa ya mo hlohonolofatsa. Yaba Abosalome o re: “Haeba o sa ye, ke a kopa: Ere moreso, Amanone, a ye le rona.” Kgosi ya re ho yena: “A ye le wena hobaneng?” Abosalome a nna a pheella Davida ho fihlela a dumella Amanone le bara bohle ba kgosi hore ba ye. Abosalome a laela bahlanka ba hae, a re: “Mamelang mona! Ha Amanone a se a tahilwe ke veine, e tle ere ha ke re ho lona: Ho yena! le mmolaye le sa tshabe letho. Ke le laela jwalo. Le be sebete, le be bahale!” Bahlanka ba Abosalome ba etsa Amanone jwalokaha Abosalome a ba laetse. Bara bohle ba kgosi ba raoha, ba lwabela dimmeile tsa bona, ba baleha. Yare ba sa ntsane ba le tseleng, Davida a behelwa, ha thwe: “Abosalome o bolaile bara bohle ba kgosi, mme ha ho le ya mong wa bona ya setseng.” Jwale kgosi ya ema, ya hahola diaparo tsa yona, ya tjapalla fatshe. Bahlanka bohle ba kgosi ba ema pela kgosi, diaparo tsa bona di hahotswe. Jonadabe, mora wa Shima, ngwanabo Davida, a bua, a re: “Monga ka a se ke a hopola hore bara bohle ba kgosi ba bolailwe; ke Amanone feela ya bolailweng. Hona ho entswe ka taelo ya Abosalome. O ne a ho rere ho tloha mohla letsatsi leo ka lona kgaitsedi ya hae, Tamare, a neng a betwe ke Amanone. Ka baka lena, monga ka, kgosi e se ke ya itshwenya ka ho nahana hore bara bohle ba yona ba bolailwe, hobane ke Amanone feela ya bolailweng.” Ka nako ena Abosalome o ne a se a balehile. Ha mohlankana wa sebohodi a phahamisa mahlo, a tadima, a bona batho ba bangata ba theosa letswapo, ba etla ka tsela e kamorao ho yena. Jonadabe a re ho kgosi: “Bona, bara ba kgosi ke bana ba fihla! Ho etsahetse feela jwalokaha mohlanka wa hao a boletse.” Hoba a qete ho bua, bara ba kgosi ba fihla, mme ba bokolla haholo. Kgosi le yona, le bahlanka bohle ba yona, ba bokolla haholo. Empa Abosalome a inea naha, a ya ho Talamai, mora wa Amihude, kgosi ya Geshure. Davida yena a llela mora wa hae ka dinako tsohle. Abosalome a fela a inea naha, a ya Geshure, mme a hlola teng dilemo tse tharo. Ha kgosi Davida a se a tetse Amanone, a qala ho hlolohelwa Abosalome. Joabe, mora wa Seruya, a bona hore pelo ya kgosi e ngongorehela Abosalome. Yaba Joabe o roma leqosa Tekowa, ho ya lata mosadi ya bohlale hona teng, mme a re ho mosadi eo: “Ke a o kopa: Iketsise, eke o motho ya llelang mofu, o apare seaparo sa bofifi, mme o se ke wa itlotsa ka ole; o be jwaloka mosadi ya qetileng matsatsi a mangata a llela mofu. Jwale o ye ho kgosi, o yo bua le yona ka mokgwa ona.” Yaba o bolella mosadi eo seo a tla se bua. Mosadi enwa wa Tekowa a ya bua le kgosi. Ha a fihla a itihela fatshe ka sefahleho, a isa hlompho, a re: “Oho, kgosi, nthuse!” Kgosi ya re ho yena: “O jewa keng?” Mosadi a araba, a re: “Nna ke mosadi wa mohlolohadi. Monna wa ka o shwele. Lekgabunyane la hao le ne le ena le bara ba babedi. Bara bao ba ile ba lwana kwana hara naha, moo ho neng ho se motho ya ka ba namolang. E mong a bata e mong, mme a mmolaya. Jwale lelapa lohle le tsohetse lekgabunyane la hao matla, mme le re: Neelana ka ya bolaileng ngwanabo, re mmolaye, hobane o bolaile ngwanabo; re be re bolaye le yena mojalefa wa hae. Ka mokgwa ona ba tla mpolaela ngwana ya seng a ntshaletse, ebe lebitso la monna wa ka le a fela lefatsheng.” Kgosi ya re ho mosadi enwa: “Kgutlela ha hao, mme ke tla fana ka taelo mabapa le wena.” Yaba mosadi enwa wa Tekowa o boela a re ho kgosi: “Oho, monga ka, kgosi, molato ona e be wa ka, le wa lelapa leso; wena, kgosi, le lelapa la hao, le hloke molato.” Kgosi ya re: “Mang kapa mang ya ka o buisang letho, o mo tlise ho nna, mme a ke ke a hlola a o ama.” Yaba mosadi o re: “Ke a o rapela: E se eka kgosi e ka rapela Morena Modimo wa yona, a thibela mophetetsi wa madi a tsholotsweng, hore a se ke a timetsa mora wa ka.” Kgosi ya re: “Ke hlapanya ka Morena ya phelang, leha e le qoba e le nngwe feela ya moriri wa mora wa hao, e ke ke ya wela fatshe!” Jwale mosadi a re: “Ke a o rapela: Dumella lekgabunyane la hao le ke le bue lentswenyana ho monga ka, kgosi.” Kgosi ya re: “Bua!” Mosadi enwa a re: “Ke ka lebaka lang ha o hopolela setjhaba sa Modimo ntho e tjee? Leha kgosi e bua mantswe ana, kgosi e a itswa, hobane ha e eso ka e lata mora wa yona ya phaphathehileng. Bohle re tlameha ho shwa. Re jwaloka metsi a qhaletsweng fatshe, a ke keng a hlola a bokellwa. Le yena Modimo ha a furalle batho, empa o etsa matsapa a hore ya lelekilweng ke batho a se ke a lahlwa ke Modimo. “Jwale ha e le mona ke tlile ho bua ka taba ena le kgosi, monga ka, ke hobane ke tshositswe ke setjhaba, mme lekgabunyane la hao le ile la re: Ke tla bua le kgosi, mme mohlomong kgosi e ka phethahatsa kopo ya lekgabunyane la yona. Ka re kgosi e tla mmamela, e namolele lekgabunyane la yona matsohong a motho ya tla re o a le timetsa, a timetse le mora wa lona, naheng eo Modimo a e neileng setjhaba sa hae. “Jwale lekgabunyane la hao le re: Ke a o kopa: Lentswe la monga ka, kgosi, le ke le ntshedise. Monga ka, kgosi, o tseba ho hlalohanya bobe le botle, jwaloka lengeloi la Modimo. Morena Modimo wa hao, a ke a be le wena. ” Kgosi ya araba, ya re ho mosadi eo: “O se ke wa ba wa mpatela ntho efe kapa efe eo ke tla o botsa yona.” Mosadi a re: “Monga ka, kgosi, ha a ke a bue.” Kgosi ya re: “Na Joabe o teng morerong oo?” Mosadi a araba, a re: “Ke hlapanya ka monga ka, ka kgosi e phelang, ha ho kamoo nka latolang kateng seo monga ka, kgosi, a se buileng. Mohlanka wa hao Joabe o ile a ntaela, a re ke tle ke bue mantswe ana wohle. Mohlanka wa hao Joabe o entse hona hore a tle a tle tabeng ena ka lekeke. Empa monga ka o bohlale jwaloka lengeloi la Modimo, mme o tseba tsohle tse etsahalang lefatsheng.” Yaba kgosi e re ho Joabe: “Ho lokile; tsamaya o yo lata mohlankana, Abosalome.” Joabe a itihela fatshe ka sefahleho, a isa hlompho, a lakaletsa kgosi mahlohonolo, mme a re: “Oho, monga ka, kgosi ya ka, kajeno mohlanka wa hao o a tseba hore o mo hauhetse, hobane kgosi e phethahaditse kopo ya mohlanka wa yona.” Joabe a tloha, a ya Geshure, mme a tla le Abosalome, Jerusalema. Yaba kgosi e re: “Ere Abosalome a ye tlung ha hae, feela a se ke a ba a mpona.” Kahoo Abosalome a ya tlung ha hae, mme a se ke a ba a bona kgosi. Naheng yohle ya Iseraele ho ne ho se monna e motle, ya babatsehang jwaloka Abosalome. O ne a hloka sepha ho tloha bohatong ba leoto ho ya fihla hloohong. Ha a qeta ho kuta moriri wa hae, o ne a ye a o bee sekaleng, mme o etse boima bo ka bang dikilo tse pedi tse lekantsweng ka tekanyo e sebediswang ke mmuso. O ne a ye a o kute qetellong ya selemo, o se o entse sehlothohadi, o mo imela. Abosalome a ba le bara ba bararo, le moradi a le mong, ya neng a bitswa Tamare. E ne e le Seilatsatsi. Abosalome a aha Jerusalema ka dilemo tse pedi, empa a se ke a bona kgosi. Yaba Abosalome o bitsa Joabe hore o tlo mo roma ho kgosi, empa Joabe a se ke a tla. A boela a mmitsa lekgetlo la bobedi, empa a nna a hana ho tla. Ka baka leo, Abosalome a re ho bahlanka ba hae: “Le a tseba hore tshimo ya Joabe e pela ya ka, mme o e jetse harese; tsamayang le yo e tjhesa!” Bahlanka ba Absalome ba tjhesa tshimo eo. Joabe a tloha, a ya ho Abosalome, lapeng ha hae, a fihla a re ho yena: “Ke hobaneng ha bahlanka ba hao ba tjhesitse tshimo ya ka?” Abosalome a re ho Joabe: “Bona mona, ke ile ka o bitsa, ka re o tle kwano, ke tlo o roma ho kgosi, o yo re ho yona: Ke hobaneng ke latilweng Geshure? Ho ka be ho le molemo hoja ke ntse ke le moo. Jwale a nke ke bone kgosi; haeba ke ena le molato, e mpolaye!” Yaba Joabe o fihla ho kgosi, o e bolella tsena. Kgosi ya bitsa Abosalome, mme ha a fihla ho kgosi a itihela fatshe ka sefahleho, kapele ho kgosi, mme kgosi ya mo aka. Kamora mona, Abosalome a iketsetsa kariki ya ntwa, a batla le dipere, le banna ba mashome a mahlano ba tla mo etella pele. Abosalome o ne a ye a tsohe e sa le hoseng, a yo ema tseleng e yang kgorong ya motse. E ne e ye ere ha motho ya nang le nyewe a eya ho kgosi hore a yo ahlolelwa, ebe Abosalome o a mmitsa, o re ho yena: “O tswa motseng ofe?” Eo a re: “Mohlanka wa hao o tswa ho o mong wa merabe ya Iseraele.” Abosalome a re ho yena: “Nyewe ena ya hao e ntle haholo, e bile e nepahetse, empa ha ho le ya mong wa banna ba kgosi ya tla o mamela.” Abosalome a tswele pele, a re: “Hoja ke ne ke le moahlodi naheng ena, mme bohle ba nang le dinyewe kapa ditaba ba etla ho nna, ke ne ke tla ba ahlolela ka toka.” Ha motho a itihela fatshe kapele ho yena, ho isa hlompho, o ne a ye a mo tshware ka letsoho, a mo emise, mme a mo ake. Abosalome a etsa tjena ho Baiseraele bohle ba neng ba ye ba tle ho kgosi, hore ba ahlolelwe. Ka mokgwa ona Abosalome a hapa dipelo tsa bana ba Iseraele. Qetellong ya dilemo tse nne, Abosalome a re ho kgosi: “Ke o kopa hore nke ke ye Heborone, ke yo phetha kano, eo ke ileng ka e etsetsa Morena. Ha mohlanka wa hao a sa le Geshure e Arame, o ile a etsa kano, a re: Haeba ruri Morena a ka nkgutlisetsa Jerusalema, ke tla mo nyehella ke le Heborone. ” Kgosi ya re ho yena: “Itsamaele ka kgotso.” Abosalome a tsamaya, a ya Heborone. Empa Abosalome a romela bahlohleletsi merabeng yohle ya Iseraele, a re: “Hanghang ha le utlwa modumo wa lenaka, le tle le re: Abosalome o etswa kgosi kwana Heborone! ” Banna ba makgolo a mabedi ba tswang Jerusalema, ba neng ba memilwe, ba ikela tjee ba sa tsebe letho, ba tsamaya le Abosalome. Ha Abosalome a ntse a nyehela ka mahlabelo, a bitsa Ahitofele wa Mogilo, moeletsi wa Davida, a le motseng wa habo wa Gilo. Morero ona wa bohlabaphiyo o ne o le matla le batho ba tshehetsang Abosalome ba nna ba eketseha. Leqosa la fihla ho Davida, la re: “Abosalome o hapile banna ba Iseraele.” Davida a re ho bahlanka ba hae bohle ba neng ba ena le yena Jerusalema: “Emang, re baleheng hobane re ke ke ra phonyoha ho Abosalome. Potlakang, re tsamayeng, esere a re fumana re sa le mona, a re etsa hampe, mme a bolaya baahi ba motse ona ka sabole.” Bahlanka ba kgosi ba re ho kgosi: “Bahlanka ba hao ba itokiseditse ho phetha tsohle tseo kgosi e tla ba laela tsona.” Kgosi ya tswa motseng le bohle ba lelapa la yona, ya siya basadi ba leshome, bao e neng e le basadi ba mafielo ba yona, hore ba hlokomele lelapa. Kgosi ya fela ya tswa le setjhaba sohle sa yona, ya fihla ya emisa tlung ya ho qetela. Bahlanka bohle ba kgosi ba nna ba feta kathoko ho yona: E le Bakerete bohle, le Bapelete bohle, le banna ba makgolo a tsheletseng ba Bagate, ba neng ba sale kgosi morao ha e tloha Gate. Batho bana ba fetela kapele ho kgosi. Yaba kgosi e re ho Itai wa Mogate: “O tsamaelang le rona? Kgutla, o yo dula le kgosi, hobane o moditjhaba, o bile o balehile naheng ya heno. O tswa fihla maobanyana mona; jwale ebe nka re o nne o lelere le rona hohle moo re yang teng, empa ke sa tsebe le hore na ke ya kae? Kgutla, o tsamaye le bana beno, mme Morena a ke a o hauhele, a o etsetse tse molemo.” Itai a araba kgosi, a re: “Ke hlapanya ka Morena ya phelang, le ka monga ka, kgosi ya ka e phelang, moo monga ka, kgosi ya ka, a tla ba teng, ebang o tla shwa kapa a phele, le hona moo mohlanka wa hao o tla ba hona teng.” Davida a re ho Itai: “Tsamaya, o fetele pele.” Itai wa Mogate a fetela pele le banna bohle ba hae, le bana bohle bao a neng a ena le bona. Baahi bohle ba naha ba bokolla haholo, ha setjhaba sohle se fetela pele. Ha kgosi e tshela molatswana wa Kiderone, setjhaba sohle sa fetela pele, ka tsela e yang lehwatateng. Sadoke le yena a tla, le Balevi bohle ba neng ba ena le yena, ba nkile areka ya selekane sa Modimo. Ba fihla ba bea areka ya Modimo fatshe, pela Abiatare, ho fihlela ha setjhaba sohle se felella ho tswa motseng. Kgosi ya re ho Sadoke: “Kgutlisetsa areka ya Modimo motseng; haeba Morena a ka nkgauhela, o tla nkgutlisa, mme a mpontshe yona le leaho la hae. Empa haeba Morena a ka re: Ha o nkgahle, bona, ke nna enwa, a nketse seo a bonang se lokile.” Kgosi ya boela ya re ho moprista Sadoke: “Na o re o senohe? Ke re o kgutlele motseng ka kgotso, wena le Ahimase, mora wa hao, le Jonathane, mora wa Abiatare; ke ho re lona le bara ba lona ba babedi. Bona, ke tla emisa diphuleng tse lehwatateng, ho fihlela ke fumana molaetsa o tswang ho lona.” Bo-Sadoke le Abiatare ba kgutlisetsa areka ya Modimo Jerusalema, mme ba hlola hona teng. Davida a nyolosa moepa wa Thaba ya Mehlwaare, a ntse a lla. O ne a ikgurumeditse hlooho, a tsamaya a sa rwala letho maotong. Batho bohle ba neng ba ena le yena le bona ba ne ba ikgurumeditse dihlooho, mme ba nyoloha ba ntse ba lla. E mong a bolella Davida, a re: “Ahitofele o teng kahara mahlabaphiyo a Abosalome.” Davida a re: “Oho, Morena, ke a o rapela: Ako nyopise dikeletso tsa Ahitofele.” Ha Davida a se a fihlile kahodima tlhoro ya thaba, moo a neng a tlwaetse ho kgumamella Modimo teng, a bona ho fihla Hushai wa Moareke, seaparo sa hae se hahohile, a itshetse ka lerole hloohong. Davida a re ho yena: “Ha o ka fetela pele le nna, o tla nkgoka. Ha o ka kgutlela motseng, wa re ho Abosalome: Oho, kgosi, ke tla ba mohlanka wa hao; jwalokaha ke nnile ka ba mohlanka wa ntatao, ka mokgwa o jwalo ke tla ba mohlanka wa hao, mme ka ho etsa jwalo o tla tseba ho nnyopisetsa dikeletso tsa Ahitofele. Ha ke re hona moo le na le bo-Sadoke le Abiatare? Ka baka leo, ntho efe kapa efe eo o utlwang e buuwa lapeng la kgosi, o e sebele baprista, bo-Sadoke le Abiatare. Ba na le bara ba bona ba babedi hona moo, e leng Ahimase, mora wa Sadoke, le Jonathane, mora wa Abiatare, mme ntho efe kapa efe eo le e utlwang le tla ntsebisa yona ka bona.” Yaba Hushai, motswalle wa Davida, o fihlellana le Abosalome motseng wa Jerusalema. Ha Davida a se a fetafetile tlhoro ya thaba, a bona Siba, mohlanka wa Mefiboshete, a etla nqa ho yena, a kganna ditonki tse pedi, tse qhanehilweng. Di ne di bofile dinkgwa tsa bohobe tse makgolo a mabedi, le diphaphatha tse lekgolo tsa mangangajane a morara, le masihla a lekgolo a ditholwana tse jewang hlabula, le lekuka la veine. Kgosi ya re ho Siba: “O tlilo etsang ka dintho tsee?” Siba a re: “Ditonki tsena di tla palangwa ke ba lelapa la kgosi; bohobe bona, le ditholwana tsena tse jewang hlabula, ke dijo tsa bahlankana, mme veine yona e tla nowa ke ba tla kgathala ha ba le lehwateteng.” Kgosi ya re: “Mora wa monga hao o kae?” Siba a re ho kgosi: “O dula Jerusalema, hobane o re: Kajeno ntlo ya Iseraele e nkgutliseditse mmuso wa ntate. ” Yaba kgosi e re ho Siba: “Tsohle tseo e leng tsa Mefiboshete ke tsa hao.” Siba a re: “Oho, monga ka, kgosi ya ka, ke isa hlompho ho wena; ako nkgauhele.” Ha kgosi Davida a fihla Bahurime, a bona ho etla monna wa lelapa la ntlo ya Saule, lebitso la hae e le Shimei, mora wa Gera. A tla a ntse a hlapaolana. Monna enwa a kurutlela Davida ka majwe, a kurutlela le bahlanka bohle ba kgosi Davida, le batho bohle, le bahale bohle ba neng ba mo teetse hare. Shimei ha a hlapaola Davida o ne a re: “Tloha mona! Tloha mona, wena mmolai towe ya kgopo! Morena o o ahlolela madi wohle ao o a tsholotseng, a bana ba ntlo ya Saule, eo o ikgapetseng mmuso wa hae; jwale Morena o neile mora wa hao, Abosalome, mmuso ona, mme wena o kgatilwe ke bokgopo ba hao, hobane o mmolai!” Yaba Abishai, mora wa Seruya, o re ho kgosi: “Ke hobaneng ha ntja e shweleng ee, e ntse e hlapaola monga ka, kgosi? Ako ntumelle nke ke ye ho yona, ke yo e kgaola hloohwana ena!” Kgosi ya re: “Taba ya ka le lona ke efe, lona bara ba Seruya? Mo tloheleng a nne a hlapaolane, hobane Morena o itse ho yena: Hlapaola Davida! Jwale ke mang ya ka reng ho yena: Ke hobaneng ha o etsa tjee? ” Davida a re ho Abishai, le ho bahlanka ba hae bohle: “Haesita mora wa ka, ya tswileng lethekeng la ka, e le yena ya batlang ho mpolaya, jwale le re Mobenjamine eo yena a ke ke a tjhatjhehela ho mpolaya hobaneng? Mo tloheleng a hlapaolane, hobane Morena o mo laetse jwalo. Mohlomong Morena o tla bona matshwenyeho a ka, mme ka letsatsi lena a mputse ka botle bakeng sa mahlapa ana a Shimei.” Yaba Davida le banna ba hae ba tswela pele leetong la bona. Shimei yena a sika le leralla, a tsamaya a ntse a hlapaolana, a kurutlela Davida ka majwe, a ntse a kgopholaka marole. Kgosi le batho bohle ba neng ba ena le yona ba fihla ba kgathetse, mme ba phomola hona moo. Abosalome le setjhaba sohle, le banna ba Iseraele, ba fihla Jerusalema, ba ena le Ahitofele. Ha Hushai wa Moareke, motswalle wa Davida, a fihla ho Abosalome, a re ho yena: “Re phelele kgosi! Re phelele kgosi!” Abosalome a re ho Hushai: “Na o hlile o rata motswalle wa hao? Ke hobaneng o sa tsamayeng le yena?” Hushai a re ho Abosalome: “Tjhe, eo Morena le setjhaba sena sa Iseraele ba mo kgethileng, ke yena eo ke tla etsa thato ya hae, mme ke yena eo ke tla ba le yena. Ebe ke ne nka sebeletsa mang, haese mora wa hae? Ke tla o sebeletsa jwalokaha ke ile ka sebeletsa ntatao.” Jwale Abosalome a re ho Ahitofele: “Ako re eletse hore na re etse jwang.” Ahitofele a re ho Abosalome: “Eya o kene dikobong tsa basadi ba ntatao ba mafielo, bao a ba siileng hore ba hlokomele lelapa. Ha Baiseraele ba utlwa hore o kgopisitse ntatao, balatedi ba hao bohle ba tla tiya moko.” Yaba bahlanka ba Abosalome ba mo hlomela tente kahodima ntlo, mme a kena dikobong tsa basadi ba ntatae ba mafielo, moo Baiseraele ba ntseng ba mmona. Mehleng eo, keletso eo Ahitofele a neng a fana ka yona e ne e nkuwa eka ke boporofeta bo tswang ho Modimo. Dikeletso tsohle tsa Ahitofele di bile jwalo ho Davida le ho Abosalome. Ahitofele a re ho Abosalome: “Ere jwale ke kgethe banna ba dikete tse leshome le metso e mmedi. Bosiung bona bona ke tla tsoha, ke yo phaladisa Davida. Ke tla mo kgaoletsa a sa kgathetse, a nyahame pelo. Ke tla mo tshosa, mme ere ha bohle ba nang le yena ba phasaphasa, ke mmolaye. Ke tla o tlisetsa batho bohle. Ha bohle ba se ba kgutlile, haese feela motho eo o mmatlang, setjhaba sohle se tla ba kgotso.” Taba ena ya kgahla Abosalome le baholo ba setjhaba sa Iseraele. Yaba Abosalome o re: “Mpitsetseng le Hushai wa Moareke, re tlo utlwa hore na yena o tla reng.” Ha Hushai a fihla ho Abosalome, Abosalome a bua le yena, a re: “Ahitofele o buile tjena le tjena; na re tla ya ka dipolelo tsa hae? Haeba ho se jwalo, wena o reng?” Hushai a re ho Abosalome: “Ha e le kajeno, keletso ena ya Ahitofele ha e ntle.” Hushai a tswela pele, a re: “Wena o tseba ntatao le banna ba hae; ke bahale ba pelo di mpe, ba jwaloka bere e amohilweng madinyane a yona naheng. Ntatao ke monna ya tsebang ntwa; ha a na ho robala le bahlabani ba hae. Le hona jwale o ipatile mahaheng, kapa sebakeng se seng. Haeba ba bang ba bahlabani ba rona ba ka bolawa sethathong, ya utlwang o tla re: Balatedi ba Abosalome ba entswe mofela. Esitana le mohale eo bohale ba hae ekang ba tau, o tla nyahama pelo. Baiseraele bohle ba a tseba hore ntatao ke mohlabani, le hore banna bao a nang le bona ke bahale. “Nna ke o eletsa hore o kgobokanye Baiseraele bohle, ho tloha Dane ho ya fihla Beeresheba, e be letshwele le lengata jwaloka lehlabathe lebopong la lewatle; ebe wena ka sebele sa hao o a futuha. Jwale re tla mo futuhela hohle moo re tla mo fumana teng, re mo wele hodimo jwaloka phoka ha e lala hodima lefatshe. Yena le banna bohle bao a nang le bona ha ho ya tla phonyoha. Haeba a ka etsa sealo ho ya kena motseng, Baiseraele bohle ba tla tlisa mehala, mme ka yona re hulele motse oo ka nokeng, ho fihlela ho se lejwe le le leng la motse oo le setseng.” Yaba Abosalome le banna bohle ba Iseraele, ba re: “Keletso ena ya Hushai wa Moareke e ntle ho feta keletso ya Ahitofele.” Morena o ne a rerile hore keletso e ntle ya Ahitofele e nyope, e le hore Morena a tle a dihele koduwa hodima Abosalome. Jwale Hushai a re ho bo-Sadoke le Abiatare, e leng baprista: “Ahitofele o ile a eletsa Abosalome le baholo ba Iseraele tjena le tjena, empa nna ke ile ka mo eletsa tjena le tjena. Ka baka lena he, romelang molaetsa ho Davida ka potlako, le mmolelle, le re: Bosiung bona bona o se ke wa ba wa robaletsa diphuleng tsa lehwatata, o mpe o tshelele kamose ho noka ya Jorodane, esere kgosi le batho bohle bao e nang le bona ba timetswa. ” Bo-Jonathane le Ahimase ba ne ba ye ba ipate pela Sediba sa Rogele. Lekgabunyane le ne le ye le ye, le yo ba bolella ditaba, mme le bona ba ne ba ye ba ye, ba yo tsebisa kgosi, hobane ba ne ba sa tshwanela ho bonwa ba kena motseng. Empa moshanyana a ba bona, mme a bolella Abosalome. Bobedi ba bona ba tloha ka lehlaphahlapha, ba fihla tlung ya monna e mong, mane Bahurime. Lebaleng la ntlo ya monna eo ho ne ho ena le sekoti, mme ba theohela ka ho sona. Mosadi a nka lesela, a le ala hodima molomo wa sekoti, yaba o aneha koro e tutsweng hodima lona, hore ho se ke ha bonahala letho. Jwale bahlanka ba Abosalome ba kena ka tlung ya mosadi eo, ba re: “Bo-Ahimase le Jonathane ba kae?” Mosadi a re ho bona: “Ba se ba tshetse noka ya Jorodane.” Ha ba se ba batlile, mme ba sa ba fumana, ba kgutlela Jerusalema. Yare ha bao ba se ba tsamaile, bo-Ahimase le Jonathane ba tswa ka sekoting, ba tsamaya, ba ya bolella kgosi Davida, ba re ho yena: “Ema, o tshele noka ka potlako, hobane Ahitofele o le lohetse mano tjena le tjena.” Davida le batho bohle ba neng ba ena le yena ba tsamaya, ba tshela Jorodane. Ha mafube a hlaha, ho ne ho se le ya mong ya esong ho ka a tshela Jorodane. Ha Ahitofele a bona hore ha ho uwe ka keletso ya hae, a qhaneha tonki ya hae, a tsamaya, a ipoella tlung ya hae, motseng wa habo. Ha a se a laile ba lelapa la hae, a ikgama, a shwa, mme a epelwa lebitleng la ntatae. Ha Abosalome le banna bohle ba Baiseraele, ba neng ba ena le yena, ba tshela Jorodane, Davida o ne a se a fihlile Mahanaime. Abosalome a bea Amasa ditulong tsa Joabe, hore e be molaodi wa mabotho. Amasa e ne e le mora wa monna wa Moishemaele, ya neng a bitswa Jitera. Mmae e ne e le Abikale, moradi wa Nahashe, e leng moena wa Seruya, mma Joabe. Bo-Abosalome le Baiseraele ba hloma naheng ya Gileade. Ha Davida a fihla Mahanaime, a kgahlanyetswa ke Shobi, mora wa Nahashe, ya tswang motseng wa Baamone wa Raba, le Makiri, mora wa Amiele wa Lo-Dabare, le Barasilai wa Mogileade ya tswang Rogeleme. Ba tlisa mealo, le dikotlolo, le dipitsana tsa letsopa, le koro, le harese, le phofo, le sebera, le dinawa, le dierekisi, le dipabi, le mahe a dinotshi, le mafi, le sereledi, le dikgutshwane, le dipholo; tsena ba di nea Davida, le batho bao a neng a ena le bona, hore ba je, hobane ba ne ba re: “Batho bana ba lapile, ba kgathetse, mme ba nyorilwe mona lehwatateng.” Davida a bala banna ba neng ba ena le yena; ba okamelwa ke balaodi ba bahlabani ba dikete, le balaodi ba ba makgolo. A arola bahlabani mabotho a mararo. Molaodi wa lebotho la pele e ne e le Joabe; wa lebotho la bobedi e le Abishai, mora wa Seruya, ngwanabo Joabe; wa lebotho la boraro e le Itai wa Mogate. Kgosi ya re ho bahlabani: “Le nna ka nama, ke tla futuha le lona.” Empa bahlabani ba re: “Wena o se ke wa futuha le rona. Ha re ka baleha, ba ke ke ba re tsotella. Leha ba ka ba bolaya halofo ya bahlabani ba rona, ba ke ke ba re tsotella; feela wena o lekana le bahlabani ba dikete tse leshome ba rona, ka bohlokwa. Ka baka leo, ho molemo hore o tle o re thuse o ntse o le ka motseng.” Kgosi ya re ho bona: “Ke tla etsa seo le bonang se le molemo.” Kgosi ya ema pela kgoro ya motse ha bahlabani ba etswa ka makgolo le ka dikete. Kgosi ya laela Joabe, le Abishai, le Itai, ya re: “Le mpaballele mohlankana Abosalome.” Bahlabani bohle ba utlwa ha kgosi e laela balaodi malebana le Abosalome. Mabotho a tswela naheng ho ya lwantsha Baiseraele. Ntwa ya lwanela morung wa Efraime. Bahlabani ba Baiseraele ba hlolwa ke ba Davida. Ka letsatsi leo ha bolawa Baiseraele ba bangata; ba ne ba ka ba dikete tse mashome a mabedi. Ntwa ya aparela sebaka seo sohle. Ka letsatsi leo, batho ba ileng ba shwella ka morung ba eba bangata ho feta ba ileng ba bolawa ka sabole. Bahlankana ba Davida ba bona Absalome a palame mmeile. Eitse ha mmeile o feta tlasa makala a teteaneng a sefate se seholo sa eike, hlooho ya hae ya tshwaswa ke makala, yena a sala a leketlile sebakeng, mmeile oo a neng a o palame wa monyoha katlasa hae. Monna e mong ya ileng a bona hona a bolella Joabe, a re: “Ke bone Abosalome a leketlile sefateng sa eike.” Joabe a re ho monna eo ya mmoleletseng: “Haeba o mmone, ke ka baka lang o sa kang wa mmolaela hona moo, a polana fatshe? Nkabe ke o putsa ka disilefera tse leshome, le ka leqhama.” Monna eo a re ho Joabe: “Leha o ne o ka mpha disilefera tse sekete, ke ne nke ke ka bolaya mora wa kgosi, hobane moo re ntseng re utlwa, kgosi e ile ya laela wena, le Abishai, le Itai, ya re: Le mpaballele mohlankana Abosalome. Hoja ka bolaya Abosalome ka bolotsana, ke ne ke tla ipea kotsing, hobane ha ho letho le patehileng ho kgosi, mme ebe wena wa itshola.” Yaba Joabe o re: “O ntshenyetsa nako!” A nka marumo a mararo, a phehletsa Abosalome pelong ka wona, a ntse a phela, a leketlile sefateng sa eike. Bahlankana ba leshome, bao e neng e le bajari ba dihlomo tsa Joabe, ba kopanela Abosalome, ba mo kgakgatha, ba mmolaya. Yaba Joabe o letsa lenaka, mme bahlabani ba kgaotsa ho phaladisa Baiseraele, hobane Joabe o ne a se a ba thibile. Ba nka setopo sa Abosalome, ba se lahlela ka lemeneng le leholo, le neng le le ka morung, ba se qhobella ka majwe, ba etsa qubu e kgolo. Jwale Baiseraele bohle ba phasaphasa, motho ka mong a leba lapeng la hae. Ha Abosalome a sa ntsane a phela, o ne a ile a ikgahela sefika ka Kgohlong ya Kgosi, hobane o ne a re: “Ha ke na mora ya tla tsosa lebitso la ka.” Sefika seo a se reella ka yena, mme se ntse se bitswa Sefika sa Abosalome le kajeno-ya-bokajeno. Ahimase, mora wa Sadoke, a re ho Joabe: “Ere ke mathe, ke yo behela kgosi ditaba tse monate tsa hore Morena o e pheteditse ho dira tsa yona.” Empa Joabe a re ho yena: “O ke ke wa isa ditaba kajeno; o tla di isa ka letsatsi le leng. Ha e le kajeno o ke ke wa di isa, hobane mora wa kgosi o shwele.” Yaba Joabe o re ho monna wa Kushe: “Tsamaya, o yo bolella kgosi seo o se boneng.” Mokushe eo a obamela Joabe, yaba o nka ka saole. Jwale Ahimase, mora wa Sadoke, a boela a re ho Joabe: “Leha ho ka etsahala eng kapa eng, ntumelle le nna ke mathe kamora Mokushe yane.” Joabe a re: “Wena o tla be o mathela lelea, ngwanaka, hobane ha ho na ditaba tse monate, tseo o di isang.” Empa Ahimase a re: “Leha ho ka etsahala eng kapa eng, ke tla matha.” Joabe a re ho yena: “Matha!” Ahimase a takolotsa ka tsela e ka phuleng, a siya Mokushe eo. Davida o ne a dutse pakeng tsa dikgoro tse pedi tsa motse. Sebohodi sa hlwella lerakong, marulelong a hodima kgoro ya motse. Ha se phahamisa mahlo, se tadima, sa bona monna ya tlang a matha a le mong. Sebohodi seo sa howeletsa, sa tsebisa kgosi. Yaba kgosi e re: “Haeba monna eo a le mong, o tlisa ditaba tse monate.” Monna eo a nna a atamela. Sebohodi sa boela sa bona monna e mong ya tlang a matha, yaba se howeletsa molebedi wa kgoro, se re: “Monna e mong hape ke yane a etla a matha a le mong!” Yaba kgosi e re: “Le yena o tlisa ditaba tse monate.” Sebohodi sa re: “Ke bona monna ya kapele a matha jwaloka Ahimase, mora wa Sadoke.” Yaba kgosi e re: “Ke monna ya lokileng, mme o tlisa ditaba tse monate.” Ahimase a howeletsa, a re ho kgosi: “Kgomo tseo!” A obamela kgosi, a re: “Ho bokwe Morena Modimo wa hao, ya neelaneng ka banna ba ileng ba tsohela monga ka, kgosi ya ka, matla.” Kgosi ya re: “Na mohlankana Abosalome a ntse a phela?” Ahimase a araba, a re: “Ka nako eo Joabe, mohlanka wa kgosi, a neng a roma nna, mohlanka wa hao, ke ile ka bona morusu o moholo, empa ha ke a ka ka tseba hore na ke wa eng.” Kgosi ya re ho Ahimase: “Fetela kathoko, o eme mona!” Ahimase a fetela kathoko, a ema themelele! Jwale monna wa Mokushe a fihla a re: “Ke o tsebisa ditaba tse monate, monga ka, kgosi ya ka! Ka letsatsi lena Morena o o pheteditse ho bohle ba ileng ba o tsohela matla!” Kgosi ya re ho monna eo wa Mokushe: “Na mohlankana Abosalome o ntse a phela?” Mokushe a araba, a re: “Dira tsa monga ka, kgosi ya ka, le bohle ba o tsohetseng matla, hore ba o ntshe kotsi, ba ke ba be seo mohlankana eo a leng sona.” Kgosi ya sisimoloha moya haholo, yaba e nyolohela ka kamoreng e hahilweng hodima lerako la kgoro e kenang ka motseng, e ya llela teng. Ha e ntse e lla ya nna ya re: “Jo! ngwanaka Abosalome! Ngwanaka, ngwanaka Abosalome! Hoja ebe ho shwele nna bakeng sa hao! Jo! Abosalome, ngwanaka, ngwanaka!” Joabe a bolellwa, ha thwe: “Hela, kgosi e ntse e lla, e hlomohetse Abosalome.” Yaba ho hlola ha letsatsi leo ho fetoha bofifi ho bahlabani bohle, hobane hona letsatsing leo ba ile ba utlwa ho thwe: “Kgosi e hlomohetse mora wa yona.” Ka letsatsi leo bahlabani ba kena motseng ka lenyele, jwaloka bahlabani ba hlabilweng ke dihlong ha ba balehile ntweng. Kgosi ya ikgurumetsa sefahleho, ya bokolla haholo, ya re: “Jo! ngwanaka Abosalome! Jo! ngwanaka, ngwanaka Abosalome!” Jwale Joabe a ya lapeng ho kgosi, a re: “Kajeno o tlontlolotse bahlanka bohle ba hao, ba o pholositseng, ba pholosa le bara ba hao, le baradi ba hao, le basadi ba hao, le basadi ba hao ba mafielo. O rata ba o hloileng, empa o hloile ba o ratang. Kajeno o iponahaditse hore ha o re letho ka mahosana kapa bahlanka. Kajeno ke elellwa hore haeba Abosalome a ne a sa shwa, eba rona bohle re shwele, o ka be o thabile. Ka baka leo, ema, o tsamaye, o yo bua hantle le bahlanka ba hao, hobane ke hlapanya ka Morena hore haeba o sa ye, ha ho motho ya tla o lebela bosiung bona. Hona ho tla ba hobe ho wena ho feta bomadimabe bohle bo kileng ba o wela hodimo ho tloha bohlankaneng ba hao, ho fihlela kajeno.” Yaba kgosi e a ema, e ya dula kgorong ya motse. Bahlabani bohle ba tsebiswa, ha thwe: “Kgosi ke eo e dutse kgorong ya motse.” Yaba bahlabani bao ba phuthehela kapele ho kgosi. E mong le e mong wa Baiseraele o ne a ile a balehela lapeng la hae. Setjhaba sohle sa Iseraele, ho ya ka merabe ya sona, se ne se ngangisana ka bosona, se re: “Kgosi e re namoletse matsohong a dira tsa rona; e re pholositse le matsohong a Bafilesita, empa jwale e siile naha, e balehile Abosalome. Abosalome eo re mo tlotseditseng ho ba kgosi ya rona, o bolailwe ntweng. Jwale ke ka baka lang, ha le sa re kgosi e kgutle?” Yaba kgosi Davida o romela molaetsa ho moprista Sadoke, le ho moprista Abiatare, o re: “Bolellang baholo ba Juda, le re: Ke ka baka lang ha e le lona ba ho qetela, ba reng kgosi e kgutlele tlung ya yona? Molaetsa wa Baiseraele bohle, o reng kgosi e kgutlele tlung ya yona, o se o fihlile. Lona le bana beso, le madi eso; jwale ke hobaneng ha le le ba ho qetela, ba reng kgosi e kgutle?>*** Ho Amasa le tle le re: Na wena ha o madi eso? Morena a nketse tjena le tjena, le ho feta, haeba o ke ke wa ba molaodi wa mabotho sebakeng sa Joabe, kamehla ha ke ntse ke phela. ” Kgosi ya hapa dipelo tsa banna bohle ba morabe wa Juda, ba eba ntsweleng, hoo ba bileng ba romela molaetsa ho yona, ba re: “Kgutla, wena le bahlanka bohle ba hao.” Yaba kgosi e a kgutla, e fihla Jorodane. Ba morabe wa Juda ba ya Gilegale, ho ya kgahlanyetsa kgosi le ho e tshedisa Jorodane. Shimei, mora wa Gera wa Mobenjamine, ya tswang Bahurime, a theoha le banna ba morabe wa Juda ka potlako ho ya kgahlanyetsa kgosi Davida. Shimei o ne a ena le banna ba sekete ba morabe wa Benjamine, le Siba, mohlanka wa lelapa la Saule, le bara ba hae ba leshome le metso e mehlano, le bahlanka ba hae ba mashome a mabedi. Batho bana ba potlakela ho ya fihla Jorodane pele ho kgosi. Seketswana sa tshelela mose ho Jorodane, ho ya lata ba lelapa la kgosi, le ho etsa seo kgosi e lakatsang ha se etswa. Hoba Shimei, mora wa Gera, a tshele Jorodane, a obamela kgosi, a re ho yona: “Monga ka, o se ke wa ntadima ke le motho ya kgopo, mme o se ke wa hopola bobe boo mohlanka wa hao a neng a bo etse ka letsatsi leo monga ka, kgosi ya ka, a neng a tloha Jerusalema ka lona. Kgosi e se ke ya ntjara ka pelo. Mohlanka wa hao o a tseba hore o sitilwe; ka baka leo, ke tlile kajeno, ke le wa pele hara bohle ba morabe wa Josefa, hore ke theohe, ke tlo kgahlanyetsa monga ka, kgosi ya ka.” Jwale Abishai, mora wa Seruya, a araba, a re: “Eka kgona Shimei a bolaelwe taba ena, hobane o ne a hlapaole motlotsuwa wa Morena!” Yaba Davida o re: “Ekaba taba ya ka le lona, bara ba Seruya, ke efe, ha e le moo kajeno le se le le dira tsa ka? Ka letsatsi lena ha ho motho ya tla bolawa naheng ena ya Iseraele, hobane kajeno ke a tseba hore ke nna kgosi ya Iseraele.” Kgosi ya re ho Shimei: “O ke ke wa bolawa!” Yaba kgosi e a mo hlapanyetsa. Mefiboshete, mora wa Saule, a theoha ho ya kgahlanyetsa kgosi. Ho tloha mohla kgosi e tsamayang, ho fihlela e ba e kgutla ka kgotso, Mefiboshete, mora wa Saule, o ne a eso ka a kutletsa maoto a hae, kapa a beola ditedu tsa hae, kapa a hlatswa diaparo tsa hae. Yare ha a fihla ho tla kgahlanyetsa kgosi, a etswa Jerusalema, kgosi ya re ho yena: “Mefiboshete, ke ka baka lang o sa kang wa tsamaya le nna?” Mefiboshete a re: “Oho, monga ka, kgosi ya ka, mohlanka wa ka o ile a nthetsa. Nna, mohlanka wa hao, ke ne ke itse ke tla iqhanehela tonki ya ka, ke e palame, ke tsamaye le kgosi, hobane ke sehlotsa; yaba mohlanka eo o ntshenya lebitso ho monga ka, kgosi ya ka. Empa monga ka, kgosi ya ka, o jwaloka lengeloi la Modimo; ka baka leo, etsa seo o bonang se lokela. Bohle ba lelapa la ntate ba ne ba lokelwa ke ho bolawa ke monga ka, kgosi ya ka, empa o ile wa nkenya hara bao o jang le bona. Ka baka leo, ke sa na le tokelo efe, ya hore ke nne ke ipiletse ho kgosi?” Yaba kgosi e re ho yena: “O sa buelang ditaba tsa hao? Ke qetile ka hore wena le Siba le tla arolelana naha.” Mefiboshete a re ho kgosi: “Siba a hle a e nke yohle, hobane monga ka, kgosi ya ka, o kgutletse hae ka kgotso.” Barasilai wa Mogileade a theoha Rogeleme, a tsamaya le kgosi ho ya e tshedisa Jorodane. Barasilai o ne a se a tsofetse haholo, a ena le dilemo tse mashome a robedi. Ha kgosi e ntse e le Mahanaime, Barasilai o ne a e fepa, hobane o ne a ruile haholo. Kgosi ya re ho Barasilai: “Tshela le nna, re ye Jerusalema, mme ke tla o fepa.” Empa Barasilai a re ho kgosi: “Ebe ke sa tla phela nako e kae, hoo nka yang le kgosi Jerusalema? Kajeno ke na le dilemo tse mashome a robedi; na nka hlola ke sa tseba ho kgetholla botle ho bobe? Kapa nka hlola ke sa utlwa monate wa seo ke se jang, kapa seo ke se nwang? Na nka hlola ke sa utlwa melodi ya banna ba binang, le ya basadi ba binang? Ebe jwale nka nna ka imetsa monga ka, kgosi ya ka, ka baka lefe? Mohlanka wa hao o tla tshela Jorodane le kgosi, a e felehetse ho se hokae. Jwale kgosi e ka nnea moputso oo ka baka lefe? Ke a o rapela: Ako dumelle mohlanka wa hao hore a kgutle, ke tle ke yo shwela motseng wa heso, pela lebitla la ntate le la mme. Mohlanka wa hao Kimehame ke enwa; ha e be yena ya tshelelang mose le monga ka, kgosi ya ka. Mo etsetse seo o bonang se le molemo.” Kgosi ya re: “Ke tla tshelela mose wane le Kimehame, mme ke tla mo etsetsa seo wena o bonang se le molemo. Le wena ke tla o etsetsa tsohle tseo o ka di kopang ho nna.” Setjhaba sohle sa tshela Jorodane, le kgosi ya tshela. Yaba kgosi e aka Barasilai, ya mo hlohonolofatsa, mme Barasilai a kgutlela ha habo. Kgosi ya tshelela Gilegale, le Kimehame a tshela le yona. Setjhaba sohle sa morabe wa Juda sa tshedisa kgosi noka; le karolo e nngwe ya setjhaba sa Iseraele ya etsa jwalo. Jwale banna bohle ba Baiseraele ba tla ho kgosi, ba re ho yona: “Ke ka baka lang ha bana babo rona, e leng banna ba morabe wa Juda, ba ile ba nka kgosi ka lenyele, ba e tshedisa Jorodane, hammoho le ba lelapa la yona, le banna bohle ba Davida?” Banna bohle ba morabe wa Juda ba araba banna ba Iseraele, ba re: “Ke kahobane kgosi e tswalana le rona. Jwale taba ee e le halefisa ka baka lefe? Na kgosi e kile ya re fepa? Kapa ebe re filwe dimpho?” Banna ba Iseraele ba araba banna ba morabe wa Juda, ba re: “Kabelo ya rona ho kgosi e feta ya lona haleshome; le ho Davida re na le tokelo e fetang ya lona. Jwale le re nyedisitse ka baka lefe? Na hase rona ba qadileng ho bua pele ka taba ya hore kgosi e kgutliswe?” Dipolelo tsa banna ba morabe wa Juda di ne di hlaba ho feta tsa banna ba Iseraele. Gilegale ho ne ho ena le monna ya kgopo, ya neng a bitswa Sheba. E ne e le mora wa Bikiri wa Mobenjamine. Sheba a letsa lenaka, a re: “Ha re amane ka letho le Davida, mora wa Jese hase letho ho rona. Baiseraele, motho le motho lapeng la hae!” Jwale banna bohle ba Iseraele ba fetohela Davida, mme ba latela Sheba, mora wa Bikiri, empa banna ba morabe wa Juda bona ba kgomarela kgosi Davida, ho tloha Jorodane, ho ya fihla Jerusalema. Ha Davida a fihla ha hae Jerusalema, a nka basadi ba hae ba mafielo ba leshome, bao a neng a ba siile hae hore ba hlokomele lelapa la kgosi, a ba kwalla ka tlung, a ba beela molebedi. Davida a ba fepa, empa a se ke a kopanela dikobo le bona. Ba dula ba kwaletswe jwalo, ho fihlela ba eshwa, eka ke bahlolohadi. Kgosi ya re ho Amasa: “Nkepele pitso ya banna ba morabe wa Juda, mme kamora matsatsi a mararo o be o le mona.” Yaba Amasa o a tsamaya, o ya bitsa banna ba morabe wa Juda. Empa a dieha ho fihla, nako eo a neng a e baletswe ke Davida ya ba ya feta. Davida a re ho Abishai: “Sheba, mora wa Bikiri, o kotsi ho rona le ho feta Abosalome. Phutha bahlanka ba monga hao, o mo phaladise, esere a kena metseng e nang le diqhobosheane, mme a re phonyoha.” Bahlabani ba Joabe, le Bakerete, le Bapelete, le banna ba bahale, ba tswang Jerusalema, ba latela Abishai, mme ba phaladisa Sheba, mora wa Bikiri. Eitse ha ba fihla lefikeng le leholo le Gibeone, Amasa a kgahlana le bona. Joabe o ne a apere seaparo sa bohlabani, se tlamilweng ka leqhama le nang le sabole. Sabole eo e ne e le ka selateng sa yona, e tlameletswe thekeng ho yena. Ha a ntse a tsamaya, sabole eo ya monyohela fatshe. Joabe a re ho Amasa: “O ntse o phela, ngwaneso?” Joabe a mo tshwara ka ditedu, ka letsoho le letona, hore a mo ake. Empa Amasa a se ke a tsotella sabole e ka letsohong la Joabe. Joabe a mo hlaba ka yona mpeng, mala a petletsehela fatshe, mme Amasa a shwa Joabe a sa mo pheta le ho mo pheta. Jwale bo-Joabe le Abishai ngwanabo, ba phaladisa Sheba, mora wa Bikiri. E mong wa bahlabani ba Joabe a ema pela Amasa, mme a re: “Mang le mang ya latelang Joabe le Davida a fetele ka ho Joabe!” Amasa yena a sala a rapaletse kahara letsha la madi a hae, kahara mmila o moholo. Ha monna eo a bona hore batho bohle ba eme tlekelele! a tlosa setopo sa Amasa ka mmileng o moholo, a se hulanyetsa kathoko ho tsela. Ha a bona hore batho bohle ba fihlang moo ba ema tlekelele! Yaba o se kwahela ka kobo. Hoba setopo sa Amasa se tloswe mmileng, batho bohle ba latela Joabe, ba phaladisa Sheba, mora wa Bikiri. Sheba a fohla merabe yohle ya Iseraele, a ba a ya fihla Abele-Bete-Maaka le ho Baberi. Bohle ba phutheha, mme le bona ba mo latela. Ha Sheba a le Abele-Bete-Maaka, balatedi ba Joabe ba mo etsetsa thibella. Ba tshela mobu, wa etsa qubu pela lerako la motse. Ba thuthuka lerako leo hore ba le dihe. Mosadi e mong ya bohlale a howeletsa a le kahara motse, a re: “Theang tsebe, le mamele! Bolellang Joabe, le re: Atamela kwano, re ke re tlo bua! ” Joabe a atamela, mme mosadi eo a re ho yena: “Na ke wena Joabe?” Joabe a re: “E, ke nna Joabe!” Jwale mosadi a re ho yena: “Ako mamele puo ya lekgabunyane la hao.” Joabe a re: “Ke mametse!” Mosadi a bua, a re: “Maele a boholoholo a re: Tsamaya, o yo botsa motseng wa Abele, ebe taba di fedile. Motse ona wa heso ke o mong wa metse e ratang kgotso, o tshepahalang naheng ya Baiseraele. Empa o batla ho timetsa motse ona, oo e leng mma metse ya Iseraele? Ke ka lebaka lang ha o rata ho ripitla motse oo e leng lefa la Morena?” Joabe a araba, a re: “Le ho ka! Nke ke ka leka ho o ripitla, kapa ho o timetsa. Ha ho jwalo. Monna ya tswang naheng e maralla ya Efraime, ya bitswang Sheba, mora wa Bikiri, o fetohetse kgosi, yena kgosi Davida. Neelana ka yena feela, mme ke tla tloha motseng ona.” Mosadi eo a re ho Joabe: “Ke tla o akgella hlooho ya monna eo le hodima lerako.” Jwale mosadi eo, ka bohlale ba hae, a ya bua le setjhaba sohle sa habo. Setjhaba sa kgaola hlooho ya Sheba, mora wa Bikiri, sa e akgella Joabe. Yaba Joabe o letsa lenaka, mme bahlabani ba qhalana, monna ka mong a ikela lapeng la hae. Jwale Joabe a kgutlela Jerusalema, ho kgosi. Joabe ya eba molaodi wa mabotho wohle a Iseraele. Benaya, mora wa Jehoyada, yena ya eba molaodi wa lebotho la Bakerete le Bapelete. Adorame yena ya eba molaodi wa makgoba. Jehoshafate, mora wa Ahilode, ya eba mongodi wa diketsahalo; Shefa ya eba mongodi wa puso, mme bo-Sadoke le Abiatare ya eba baprista. Ira wa Mojaire yena ya eba moprista wa Davida. Mehleng ya Davida ha eba le tlala ka dilemo tse tharo, tse hlahlamanang. Davida a botsa Morena, mme Morena a re: “Tlala ena e teng ka baka la Saule le ba lelapa la hae, ba madi matsohong, hobane Saule o bolaile Bagibeone.” Bagibeone e ne e se ba habo bana ba Iseraele; e ne e le masalla a Baamore. Bana ba Iseraele ba ne ba ba hlapanyeditse hore ba tla ba baballa, empa Saule yena o ne a rata ho ba bolaya ka baka la ho thahasella bana ba Iseraele le ba Juda. Yaba Davida o bitsa Bagibeone, o re ho bona: “Ke le etsetse eng? Tefelo nka e etsa ka eng, e le hore le tle le hlohonolofatse setjhaba seo e leng lefa la Morena?” Yaba Bagibeone ba re ho yena: “Ntwa ya rona le Saule, kapa le ba lelapa la hae, hase e ka lalang ka baka la silefera kapa kgauta. Ebile ha re rate ho bolaya motho ofe kapa ofe naheng ena ya Iseraele.” Jwale Davida a re: “Le re ke le etsetse eng?” Ba re ho kgosi: “Monna o teng ya ileng a re ripitla, a re lohela mano hore re timetswe, hoo ho seng ho se moo re ka hatang teng naheng ena ya Iseraele. Re nee banna ba supileng, bao e leng bara ba hae, re tle re ba fanyehele Morena, re le Gibea ya Saule, mokgethwa wa Morena.” Kgosi ya re: “Ke tla neelana ka bona.” Empa ka baka la kano eo bo-Davida le Jonathane, mora wa Saule, ba neng ba e hlapanyetse ka lebitso la Morena, kgosi ya rekolohela Mefiboshete, mora wa Jonathane, setloholo sa Saule. Yaba kgosi e nka Aremoni le Mefiboshete, e leng bana ba babedi, bao Risepa, moradi wa Aya, a neng a ba tswalle Saule, le bara ba bahlano ba Mikale, moradi wa Saule, bao a neng a ba tswalle Adariele, mora wa Barasilai wa Mehola. Kgosi ya neelana ka bona matsohong a Bagibeone. Bagibeone ba ba fanyehela thabeng, kapele ho Morena, mme ba eshwa bohle ka bosupa ba bona. Ha ba bolawa e ne e le qalehong ya matsatsi a kotulo, ha ho qalwa ho hela harese. Jwale Risepa, moradi wa Aya, a nka mokotla, a ikalla wona hodima lefika, ho tloha qalong ya kotulo, ho fihlela ha dipula di ena. Motsheare a tshosa dinonyana tse fofang hore di se ke tsa dula hodima ditopo tseo, mme bosiu a leleka dibatana tsa naha. Ha Davida a bolellwa se entsweng ke Risepa, moradi wa Aya, mosadi wa lefielo wa Saule, Davida a theoha, a ya nka masapo a Saule le a Jonathane, mora wa Saule, ho banna ba Jabeshe-Gileade, ba neng ba a utswe lebaleng la Bete-Shane, moo Bafilesita ba neng ba ile ba ba fanyehela teng, mohla Saule a bolaelwang Gileboa ke Bafilesita. Davida a nyoloha moo a nkile masapo a bo-Saule le Jonathane, mora wa Saule; ba ba ba bokella le masapo a ba ileng ba fanyehwa. Ba epela masapo a bo-Saule le Jonathane, mora wa Saule, naheng ya morabe wa Benjamine, e Sela, ka lebitleng la ntatae Kishe. Ba etsa tsohle tseo kgosi e laetseng hore di etswe, mme kamora moo, naha ya rapellwa ho Modimo. Bafilesita ba boela ba lwana le Baiseraele. Davida a theoha le bahlanka ba hae, ba lwantsha Bafilesita, Davida a ba a kgathala. Ishibi, eo e neng e le e mong wa diqhobane, o ne a le Nobe. Lerumo la hae, le entsweng ka lethose, le ne le le boima bo ka etsang dikilo tse tharo le halofo, a bile a hlometse le ka sabole e ntjha, mme a nyoretswe ho bolaya Davida. Empa Abishai, mora wa Seruya, a thusetsa Davida, a hlaba Mofilesita eo, a mmolaya. Banna ba Davida ba mo hlapanyetsa, ba re: “Ha o ka ke wa hlola o futuha le rona, esere wa bolawa, mme lebone la Baiseraele la tima.” Kamora tsena, Bafilesita ba boela ba tsosa ntwa Gobe. Sibekai wa Mohusha a bolaya Safe, eo e neng e le e mong wa diqhobane. Bafilesita ba boela ba tsosa ntwa e nngwe hape, Gobe. Elehanane, mora wa Jaare-Oregime wa Betlelehema, a bolaya Goliate wa Mogate. Theko ya lerumo la Goliate e ne e le kalo ka mofeng wa motjhini o ohlang. Ntwa e nngwe ya boela ya qhoma Gate. Hona moo ho ne ho ena le monna wa safola. Le leng le le leng la matsoho a hae, le maoto a hae, le ne le ena le menwana e tsheletseng, kaofela e le menwana e mashome a mabedi a metso e mene, mme le yena e le seqhobane. Monna enwa a nna a phephetsa Baiseraele, mme Jonathane, mora wa Shima, ngwanabo Davida, a mmolaya. Ba bane bana ba ne ba tswetswe ke seqhobane sa Gate, mme ba bolawa ke Davida le ke bahlanka ba hae. Mohla Morena a namoletseng Davida matsohong a dira tsa hae, le matsohong a Saule, Davida a binela Morena sefela sena, a re: “Morena ke lehaha la ka, ke qhobosheane ya ka, ke monamoledi wa ka. Modimo ke lefika la ka, leo ke tshabelang ho lona, ke thebe ya ka, ke lenaka la ka le mpholosang, ke seqhobo sa ka, ke setshabelo sa ka; ke Mopholosi wa ka, o mpholosa kgatellong. Ke ipiletsa ho Morena ya lokelang ho roriswa, mme ke pholoswa direng tsa ka. “Maqhubu a lefu a ne a ntikile, phororo tsa timelo di ne di nkukile. Maraba a lefu a ne a mpotapotile, difi tsa lefu di ne di ntjhehile. Makaqabetsing a ka ka ipiletsa ho Morena, e, ka ipiletsa ho Morena wa ka, a utlwa lentswe la ka a le ka Tempeleng ya hae, sello sa ka sa fihla tsebeng tsa hae. “Lefatshe la reketla, la thothomela, metheo ya lehodimo ya tsukutleha, ya reketla hobane a halefile. Mosi wa foqoha ka nkong tsa hae, mollo o timetsang wa betseha ka hanong la hae, mashala a hlenneng a tswa ho yena. A phetla mahodimo, a theohela fatshe, leru le letsho le le maotong a hae. A fofa a palame kerubime, a hoballa a le mapheong a moya. Lefifi a le etsa lesira la hae, maru a matsho, a dusang pula, wona a a etsa tente ya hae. Maru a apolwa ke kganya e mo etellang pele, ha na sefako sa mashala a tukang. Morena a thwathwaretsa, a thwathwaretsa a le mahodimong, Ya Hodimodimo a utlwahatsa lentswe la hae. A fula ka metsu ya hae, dira tsa qhalana, a betsa mahadima, mme tsa phasaphasa. Madiba a mawatle a bonahala tlasetlase, metheo ya lefatshe ya phetleha ha ho omana wena Morena, ha ho foka moya o tswang ka nkong tsa hao. “Morena a nnanabela a le hodimo, a nnanabela, a ntshwara, a nkinola metsing a lewatle. A nnamolela sereng sa ka se matla, ho ba ntlhoileng, ba neng ba mphekisa. Ba mphutuhela mohla tlokotsi ya ka, empa Morena a nthusetsa. A nkisa bakeng se batsi, a ntokolla hobane a nthata. “Morena o mputsitse ho ya ka ho loka ha ka, o mpuseleditse ho ya ka ho hloka molato ha ka. Ke tiiseditse tseleng ya Morena, ha ke a etsa bokgopo, ka arohana le Modimo wa ka. Ke fadimehetse dikahlolo tsa hae tsohle, ha ke a qhelela taelo tsa hae kathoko. Mahlong a hae ha ke na kodi, ke ipolokile ke se na molato. Morena o mputsitse ho ya ka ho loka ha ka, hobane o a bona hore ke hlwekile. “Ho ya tshepahalang, o a tshepahala; ho ya se nang kodi, o hloka kodi. Ho ya hlwekileng, o hlwekile, empa ho molotsana o masene. Ke wena ya pholosang setjhaba se hlophehileng, empa o kokobetsa baikgohomosi. Morena, ke wena lebone la ka, Morena o bonesa lefifi la ka. Ka thuso ya hae ke thula dira tsa ka, ka thuso ya Modimo wa ka nka tlola lerako. “Tsela tsa Modimo di phethehile, tshepiso tsa Modimo ke tsa nnete, yena ke thebe ya bohle ba tshabelang ho yena. Modimo ke mang, haese Morena? Lefika ke mang, haese Modimo wa rona? Ke yena Modimo ya mmatlafatsang, ya ntsamaisang tseleng e ntle. O potlakisa maoto a ka jwaloka a kgama, o mpea hodima dihlaba. O nthuta ho lwana, o nthuta le ho hula seqha sa lethose. O nneile thebe ya hao e pholosang, paballo ya hao e a nkgodisa. O ntlhekela tsela e batsi, maoto a ka ha a thelle. “Ke lelekisitse dira tsa ka, ka ba ka di tshwara, ha ke a ka ka kgutla ke eso di timetse. Ke di hlathile, hoo di ke keng tsa tsoha, e, di wetse tlasa maoto a ka. O mmatlafaletsa ntwa, ba ntwantshang o ba bea tlasa ka. O etsa hore dira tsa ka di ntshupe ka direthe, ba ntlhoileng ke a ba timetsa. Ba llela thuso, ba hloka mopholosi, ba llela Morena, ha a ba arabe. Ke ba thumisa jwaloka lerole, jwaloka lerole la lefatshe, ke ba hatakela jwaloka seretse, jwaloka seretse se tseleng. “O nnamoletse meferefereng ya setjhaba, wa nketsa mmusi wa ditjhaba, ditjhaba di a ntshebeletsa, ditjhaba tseo ke neng ke sa di tsebe. Hang ha di nkutlwa, di a mmamela, di ipea tlasa puso ya ka ha di mpona. Ditjhaba di kgathala matla, di tswa di thothomela qhobosheaneng tsa tsona. “Morena o a phela! Ho bokwe Lefika la ka! Modimo, Mopholosi wa ka, a ke a thoholetswe! Modimo ya ntshitsang ka diphetetso, ya beang ditjhaba tlasa ka, ya nnamolelang direng tsa ka, ya mphahamisetsang kahodimo, kahodimo ho ba ntwantshang, o nnamolela diatleng tsa ba sehloho. “Ka baka leo, ke tla o boka hara ditjhaba, ke roke lebitso la hao, Morena. Wena ya neang kgosi ya hao, ya e neang tlholo e kgolo, ya bontshang mohau ho motlotsuwa wa hao, ho Davida le ditloholo tsa hae kamehla le mehla.” Tsena ke dipolelo tsa ho qetela tsa Davida: “Dipolelo tsa Davida, mora wa Jese, dipolelo tsa monna a phahamisitswe, motlotsuwa wa Modimo wa Jakobo, kgeleke ya tjhaba sa Iseraele: “Moya wa Morena o buile ka ho nna, lentswe la hae la ba lelemeng la ka. Modimo wa Iseraele a bua, Lefika la Iseraele la mpuisa: Ya busang batho ka toka, ya busang ka ho tshaba Modimo, o jwaloka lesedi ha tsatsi le tjhaba, hodimo le sele, le le nyooko ya tlhapi, tala e phatsima marothodi a pula. “Modimo o tiisitse lelapa la ka, selekane sa rona le yena ke sa mehla yohle, dipallo tsa sona di hlakile, di a tshepeha, ke yena ya mpholosang, o atlehisa takatso tsa ka. Ba kgopo ba jwaloka meutlwa, meutlwa e lahlwang, e ke keng ya tshwarwa ka letsoho la motho; ya e amang a tshware selepe le theko ya lerumo, a e lahlele thotobolong, e tjheswe lore!” Ana ke mabitso a bahale ba Davida: Ishe-Boshete wa Motakemone, e ne e le yena mookamedi wa balaodi. Ke yena ya neng a fekefe banna ba makgolo a robedi ka lerumo, a ba bolaya ka nako e le nngwe. O ne a hlahlangwa ke Eleasare, mora wa Dodo, wa morabe wa Ahohi, e mong wa bahale ba bararo ba Davida. O ne a ena le Davida mohla Bafilesita ba neng ba futuhile, mme Baiseraele ba ba baleha. A lwana senna, a bolaya Bafilesita ho fihlela letsoho le kgathala, le shwella bohatsu saboleng. Morena a ba tlisetsa tlholo e kgolo mohlang oo, mme hamorao bahale ba kgutla le mehlala ho tla hlobodisa ditopo. Eleasare o ne a hlahlangwa ke Shamma, mora wa Ako wa Harare. Lebotho la Bafilesita la phuthehela Lehi, moo ho neng ho ena le tshimo ya dierekisi, mme bahlabani ba baleha Bafilesita. Shamma a ikema hara tshimo, a lwana ya kgumamela, a bolaya Bafilesita, mme Morena a mo tlisetsa tlholo e kgolo. Balaodi ba bararo, ba baokamedi ba ba mashome a mararo, ba theohela ho Davida ka nako ya kotulo, a le lehaheng la Adulame. Lebotho la Bafilesita le ne le hlomme ka kgohlong ya Refaime. Davida o ne a le ka qhobosheaneng ha lebotho la Bafilesita lona le le Betlelehema. Davida a utlwa a nyorilwe, a re: “Eka motho a ka mpha metsi a tswang sedibeng sa Betlelehema, se pela kgoro ya motse!” Bahale ba bararo ba phunyeletsa mabotho a Bafilesita, ba ya kga metsi sedibeng sa Betlelehema se pela kgoro ya motse. Ba ekga metsi ao, ba a isa ho Davida. Empa Davida a hana ho a nwa, a a qhalla fatshe e le nyehelo ho Morena, a re: “Morena nthuse ke se ke ka a nwa! Ho a nwa e tla be e le ho nwa madi a banna ba ileng ba ipea kotsing.” Ka baka leo, a se ke a a nwa. Tsena di ile tsa etswa ke bahale bana ba bararo. Abishai, ngwanabo Joabe, mora wa Seruya, e ne e le yena mookamedi wa ba bararo bana. Ke yena ya neng a fekefe ba makgolo a mararo ka lerumo, mme lebitso la hae la tuma hara ba mashome a mararo. A tuma ho feta bahlabani ba mashome a mararo, ya eba molaodi wa bona. Empa a se ke a tuma jwaloka balaodi ba bararo ba pele. Benaya, mora wa Jehoyada, ya neng ya etswa Kabeseele, e ne e le monna ya tumileng ka diketso tsa bokwankwetla. A bolaya banna ba babedi ba Moabe, ba bohale jwaloka tau. A ba a bolaya le tau e neng e le ka lemeneng, mohla lehlwa le neng le kgethehile. A bolaya monna wa seithati wa Moegepeta, ya neng a tshwere lerumo, ha Benaya yena a ne a tshwere molamu. Benaya a hlotha lerumo letsohong la Moegepeta, a mmolaya ka lerumo leo la hae. Tsena ke tsona diketso tsa Benaya, mora wa Jehoyada, tse ileng tsa mo tumisa hara ba mashome a mararo. O ne a tumile ho feta ba mashome a mararo, empa a sa tuma jwaloka balaodi ba bararo ba pele. Davida a mo etsa mookamedi wa balebedi ba hae. Asaele, ngwanabo Joabe, e ne e le e mong wa ba mashome a mararo. Ba bang e ne e le: Elehanane, mora wa Dodo wa Betlelehema, le Shamma wa Harode, le Eleka wa Harode, le Helese wa Mopalete, le Ira, mora wa Ikeshe wa Tekowa, le Abiesere wa Anatote, le Mebunai wa Husha, le Salemone wa Ahohi, le Maharai wa Netofa, le Helebe, mora wa Baana wa Netofa, le Itai, mora wa Ribai wa Gibea e Benjamine, le Benaya wa Piratone, le Hidai wa Nahale-Gaashe, le Abialebone wa Areba, le Asemafete wa Barehume, le Eleaheba wa Shaaleboni, bara ba Jashene, le Jonathane, mora wa Shamma wa Harare, le Ahiame, mora wa Sharare wa Harare, le Elefelede, mora wa Ahasebai wa Maaka, le Eliame, mora wa Ahitofele wa Gilo, le Heserai wa Karamele, le Paarai wa Areba, le Jigale, mora wa Nathane wa Soba, le Bani wa Mogade, le Seleke wa Moamone, le Naharai wa Beerote, mojari wa dihlomo tsa Joabe, mora wa Seruya, le Ira wa Jethero, le Garebe wa Jethero, le Uriya wa Mohete. Kaofela ba ne ba le mashome a mararo a metso e supileng. Kgalefo ya Morena ya boela ya tlokomela Baiseraele, mme Morena a hlohlelletsa Davida hore a tshwenye setjhaba, ka ho mo laela, a re: “Tsamaya, o yo bala setjhaba sa Iseraele le sa Juda.” Kgosi Davida a bua le Joabe, le balaodi ba lebotho ba neng ba ena le yena, a re: “Tsamayang hara merabe yohle ya Iseraele, ho tloha Dane ho ya fihla Beeresheba, le bale setjhaba, ke tle ke tsebe hore na palo ya sona e kae.” Joabe a re ho kgosi: “Eka Morena Modimo wa hao, a ka atisa setjhaba sa Iseraele halekgolo, leha se se se ntse se le sengata tjena, mme wena wa phela hore o be o se bone. Feela ke ka baka lang ha monga ka, kgosi ya ka, a thabiswa ke ntho ee?” Empa kgosi ya se ke ya mamela bo-Joabe le balaodi ba mabotho. Yaba he ba a tsamaya, ba tloha ho kgosi, ba ya bala setjhaba sa Baiseraele. Ba tshela Jorodane, ba fihla ba hloma ka borwa ho Arowere, e leng motse o kahara kgohlo e lebaneng le Gade, ho ya fihla Jasere. Ba fetela Gileade le Kadeshe, naheng ya Bahete, ba nto fetela Dane, ba potoloha ho ya fihla Sidone. Ba fihla qhobosheaneng ya Tire, le metseng yohle ya Bahife le ya Bakanana. Ba fetela Beeresheba, naheng e ka borwa ya Juda. Ba tsamaya le naha yohle, mme kamora dikgwedi tse robong le matsatsi a mashome a mabedi ba kgutlela Jerusalema. Joabe a nea kgosi palo ya setjhaba se badilweng. Setjhabeng sa Baiseraele ho ne ho ena le banna ba bahlabani ba dikete tse makgolo a robedi, ba neng ba tshwara sabole; athe ho sa Juda teng ho ne ho ena le bahlabani ba dikete tse makgolo a mahlano. Hoba Davida a bale setjhaba, letswalo la hae la mo ja, yaba o re ho Morena: “Ke o sitetswe haholo ka seo ke se entseng. Empa jwale ke a o rapela, Morena: Ako hlakole bokgopo bona ba mohlanka wa hao, hobane ke sebeditse ka bothoto bo boholo.” Ka la hosasane ha Davida a tsoha, Morena a bua ho moporofeta Gade, senohe sa Davida, a re: “Eya ho Davida, o fihle o re ho yena: Morena o re: Dintho ke tsena tse tharo: Ikgethele e le nngwe ya tsona, eo ke tla o otla ka yona. ” Gade a fihla ho Davida; hoba a mmolelle a mmotsa, a re: “O ikgethela eng dinthong tsee tse tharo: Sekoboto ka dilemo tse supileng naheng ya hao; ho baleha o phaladiswa ke dira tsa hao ka kgwedi tse tharo; kapa sewa ka matsatsi a mararo naheng ee ya hao? Inahane, mme o mpolelle karabo eo ke tla e isetsa ya nthomileng.” Davida a re ho Gade: “Ke tlaletswe haholo! Ho ena le ho wela diatleng tsa motho, re ka mpa ra wela diatleng tsa Morena, hobane mohau wa hae o moholo.” Jwale Morena a romela sewa naheng ya Iseraele, sa qala ha bosiu bo esa, mme sa kgaotsa ka letsatsi le beilweng. Ho tloha Dane, ho ya fihla Beeresheba, sewa seo sa bolaya Baiseraele ba dikete tse mashome a supileng. Eitse ha lengeloi le otlollela letsoho hodima Jerusalema ho e timetsa, Morena a hauha ha a nahana koduwa eo, mme a re ho lengeloi le neng le timetsa batho: “Ho lekane! Kgaotsa!” Lengeloi leo la Morena le ne le le seotlong sa Arauna wa Mojebuse. Eitse ha Davida a bona lengeloi la Morena le timetsang setjhaba, a re ho Morena: “Ke nna ya sitilweng, ke nna ya entseng bobe; jwale dinku tsee tsona di entseng? Ke a rapela: Mpe o otle nna le ba lelapa leso.” Ka lona letsatsi leo Gade a fihla ho Davida, a re ho yena: “Nyolohela seotlong sa Arauna wa Mojebuse, o hahele Morena aletare hona teng.” Davida a ema, a tsamaya jwalokaha Morena a ne a mo laetse ka Gade. Ha Arauna a betsetsa mahlo tlase, a bona kgosi le bahlanka ba yona ba etla ho yena. Arauna a atamela, mme a itihela fatshe ka sefahleho ho isa hlompho. Arauna a re: “Ke ka lebaka lang ha monga ka, kgosi ya ka, a etetse mohlanka wa hae?” Davida a re: “Ke tlilo reka seotlo sena ho wena, e le hore ke tle ke hahele Morena aletare ho sona, sewa se tle se kgaotse setjhabeng.” Yaba Arauna o re ho Davida: “Monga ka, kgosi ya ka, a ka se nka, mme a nyehela ka seo a bonang se lokela. Dipholo tsa sehlabelo sa setjheso ke tsena; dilei tsena le dijoko tsena e tla ba patsi. Monga ka, kgosi ya ka, mohlanka wa hao o o nea tsena tsohle.” Arauna a boela a re ho kgosi: “Morena Modimo wa hao, a ke a amohele nyehelo ya hao.” Empa kgosi ya re ho Arauna: “Tjhe, ke tla reka dintho tsena ho wena ka theko ya tsona. Nke ke ka etsetsa Morena Modimo wa ka, nyehelo ya setjheso ka dintho tseo ke sa di rekang.” Davida a reka seotlo seo le dipholo tseo ka ditjhelete tsa silefera tse etsang boima ba dikeramo tse makgolo a tsheletseng. Davida a hahela Morena aletare hona moo, a nyehela ka dinyehelo tsa setjheso le tsa teboho. Yaba Morena o hauhela setjhaba, mme sewa sa kgaotsa naheng ya Iseraele. Kgosi Davida o ne a se a hodile, e se e le mobu; leha a pupetswa ka dikobo o ne a se a sa futhumale. Ka baka leo, bahlanka ba hae ba re ho yena: “Monga rona, kgosi ya rona, e seng o batlelwe morwetsana ya tla o sebeletsa, a o hlokomele, a robale le wena, o tle o futhumale?” Yaba ba batla morwetsana e motle ho feta bohle naheng ya Iseraele; ba fumana Abishake wa Moshuneme, mme ba mo isa ho kgosi. Morwetsana eo o ne a le motle haholo. A hlokomela kgosi, a e sebeletsa, empa kgosi ya se ke ya kena dikobong tsa hae. Adoniya, mora wa Hagite, a ipoledisa, a re: “Ho tla rena nna!” A iphumanela dikariki tsa ntwa, le bahlabani ba palamang, le banna ba ditaaso ba mashome a mahlano, ba mo etellang pele. Haesale e le yena, ntatae o ne a eso ka a mo kgalemela le ka mohla, a re: “O etseditseng tjee?” Etswe Adoniya o ne a le motle haholo, a bile a hlahlama Abosalome. A etsa mmomori le Joabe, mora wa Seruya, le moprista Abiatare, mme bao ba mo tlatsa. Empa bo-moprista Sadoke, le Benaya, mora wa Jehoyada, le moporofeta Nathane, le Shimei, le Rei, le mokgetho wa bahale ba Davida, bona ba se ke ba ananela morero ona wa Adoniya. Ka tsatsi le leng Adoniya a etsa mahlabelo ka dinku, le ka dipholo, le ka manamane a nontshitsweng, a di hlabela Fikanoha, haufi le Sediba sa Rogele. A mema bana babo bohle, e leng bara ba kgosi, le banna bohle ba Juda, e leng matona a kgosi. Empa a se ke a mema moporofeta Nathane, le Benaya, le bahlabani, le Solomone, ngwanabo. Nathane a re ho Batesheba, mma Solomone: “Na ha o eso utlwe hore Adoniya, mora wa Hagite, e se e le yena kgosi, empa Davida, monga rona, a sa tsebe? Ka baka leo, ere ke o eletse, o tle o tsebe ho ipholosa, le ho pholosa mora wa hao, Solomone. Tsamaya, o ye ho kgosi Davida, o fihle o re ho yena: Monga ka, kgosi ya ka, ha ke re o ne o hlapanyetse lekgabunyane la hao, wa re: “Ruri Solomone, mora wa hao, o tla ntlhahlama, a dule teroneng ya ka?” Jwale ho tla jwang hore ebe Adoniya ke kgosi?>*** Etlare o sa ntsane o bua le kgosi ke kene ke o setse morao, ke fihle ke tiise dipolelo tsa hao.” Batesheba a ya ho kgosi, ka kamoreng ya yona. Kgosi e ne e se e hodile haholo, mme Abishake wa Moshuneme o ne a e sebeletsa. Batesheba a kgumama, a isa hlompho ho kgosi. Kgosi ya re ho yena: “O batlang?” Batesheba a re ho kgosi: “Monga ka, wena o ne o hlapanyetse lekgabunyane la hao ka lebitso la Morena Modimo wa hao, wa re: Ruri Solomone, mora wa hao, o tla ntlhahlama, mme a dule teroneng ya ka. Jwale ke mona kgosi ke Adoniya, empa wena, monga ka, o sa tsebe letho. O entse mahlabelo ka dipholo, le ka manamane a nontshitsweng, le ka dinku. O bile o memile le bara bohle ba kgosi, le moprista Abiatare, le Joabe, molaodi wa mabotho, empa ha a ya mema mohlanka wa hao, Solomone. Jwale monga ka, kgosi ya ka, Baiseraele bohle ba shebile wena; ba emetse hore o ba bolelle hore na ke mang ya tla o hlahlama. Ho seng jwalo, etlare ha monga ka, kgosi ya ka, a se a shwele, ebe ho thwe rona le mora wa ka Solomone, re mahlabaphiyo!” Yare a sa ntsane a bua le kgosi, moporofeta Nathane a kena. Ha bolellwa kgosi, ha thwe: “Moporofeta Nathane ke enwa!” Hoba a kene kamoo kgosi e leng kateng, a obama, a isa hlompho ho kgosi. Yaba Nathane o re: “Monga ka, kgosi ya ka, na o ne o re: Adoniya o tla ntlhahlama, mme a dule teroneng ya ka? Kajeno o theohile, a ya etsa mahlabelo ka dipholo, le ka dinku, le ka manamane a nontshitsweng. O bile o memile bana bohle ba kgosi, le balaodi ba mabotho, le moprista Abiatare. Jwale ba ntse ba eja, ba enwa le yena, ba howa, ba re: Kgosi Adoniya a ke a re phelele! Ha e le nna, mohlanka wa hao, le moprista Sadoke, le Benaya, mora wa Jehoyada, le mohlanka wa hao Solomone, ha a a re mema. Na ntho ee e entswe ke monga ka, kgosi ya ka, empa o eso tsebise bahlanka ba hao hore na ke mang ya tla o hlahlama, a dule teroneng?” Kgosi Davida a araba, a re: “Mpitsetseng Batesheba!” Batesheba a kena kamoo kgosi e leng kateng, a ema kapele ho yona. Kgosi ya hlapanya, ya re: “Ka Morena ya phelang, ya mpholositseng ditsietsing tsohle tsa ka, ruri, jwalokaha ke ile ka o hlapanyetsa ka lebitso la Morena Modimo wa Iseraele, ka re: Ruri Solomone, mora wa hao, o tla ntlhahlama, a dule teroneng ya ka, ke tla fela ke phethahatse kano ena hona kajeno lena.” Batesheba a koqama, a obama, a isa hlompho ho kgosi, a re: “Monga ka, kgosi Davida, a ke a re phelele!” Yaba kgosi Davida o re: “Mpitsetseng moprista Sadoke, le moporofeta Nathane, le Benaya, mora wa Jehoyada!” Ha ba fihla kapele ho kgosi, kgosi ya re ho bona: “Tsamayang le bahlanka ba monga lona, le qhanehele mora wa ka, Solomone, mmeile wa ka, le theohele le yena Gihone. Moprista Sadoke, le moporofeta Nathane, ba mo tlotsetse hona teng, e be kgosi ya Baiseraele. Jwale le letse lenaka, le howe, le re: Kgosi Solomone a ke a re phelele! Ebe jwale le nyoloha le mo setse morao, a tle, a tlo dula teroneng ya ka, e be kgosi sebakeng sa ka. Ke yena eo ke mo laetseng hore e be mmusi wa setjhaba sa Iseraele le sa Juda.” Benaya, mora wa Jehoyada, a araba kgosi, a re: “A ho ke ho be jwalo! Morena Modimo wa monga ka, kgosi ya ka, le yena a tiise taba eo! Jwalokaha Morena a nnile a ba le monga ka, kgosi, a ke a be le Solomone, mme a hodise mmuso wa hae le ho feta wa monga ka, kgosi Davida.” Bo-moprista Sadoke, le moporofeta Nathane, le Benaya, mora wa Jehoyada, le Bakerete, le Bapelete, ba theoha, ba qhanehela Solomone mmeile wa kgosi Davida, ba mo isa Gihone. Moprista Sadoke a nka lenaka la ole ka Tenteng, a tlotsa Solomone. Ba letsa lenaka, mme setjhaba sohle sa howa, sa re: “Kgosi Solomone a ke a re phelele!” Setjhaba sohle sa nyoloha se mo setse morao, se ntse se letsa makodilo, se thabile haholo hoo ditlatse tsa sona di bileng tsa sisinya lefatshe. Hoba bo-Adoniya, le bamemuwa bohle ba neng ba ena le yena, ba qete ho ja, ba utlwa ditlatse. Ha Joabe a utlwa modumo wa lenaka, a re: “Lerata le motseng lee, ke lang?” Yare a sa ntsane a bua, ha fihla Jonathane, mora wa moprista Abiatare. Adoniya a re ho yena: “Atamela kwano! Ke a tseba hoba o mohale, mme o re tliseditse ditaba tse monate.” Jonathane a araba Adoniya, a re: “Ha ho jwalo! Monga rona, kgosi Davida, o beile Solomone hore e be kgosi. Kgosi e ile ya laela bomoprista Sadoke, le moporofeta Nathane, le Benaya, mora wa Jehoyada, le Bakerete, le Bapelete, hore ba tsamaye le yena. Ba ile ba mo qhanehela mmeile wa kgosi. Hoba bo-moprista Sadoke le moporofeta Nathane ba mo tlotsetse Gihone, ba nyoloha ka ditlatse, mme motse wohle wa di amohela. Ke lona lerata leo le le utlwang. Solomone o se a bile a dutse teroneng. Esita le matona a kgosi a ile a ya ho ya lebohela monga wona, kgosi Davida, a re: Modimo wa hao a ke a tumise lebitso la Solomone ho feta la hao, mme a hodise mmuso wa hae le ho feta wa hao. Kgosi ya obama e ntse e le diphateng, yaba e re: Ho bokwe Morena Modimo wa Iseraele, eo ka letsatsi lena a beileng e mong wa bara ba ka teroneng, ke sa ntse ke phela. ” Bamemuwa bohle ba neng ba ena le Adoniya ba tshoha, ba ema, mme motho ka mong a ya ka tselana ya hae. Ka baka la ho tshaba Solomone, Adoniya le yena a tsamaya, a fihla a itshwarella manakeng a aletare. Ha bolellwa Solomone, ha thwe: “Adoniya o tshohile kgosi Solomone, o bile o itshwareletse manakeng a aletare, o re: Kajeno kgosi Solomone a ke a ntlhapanyetse hore a ke ke a bolaya mohlanka wa hae ka sabole. ” Solomone a re: “Haeba a ka tshepahala, ha ho qoba ya moriri wa hae e tla wela fatshe, empa haeba a ka fumanwa a le kgopo, o tla bolawa.” Kgosi Solomone a romela maqosa ho ya mo tlosa aletareng. Adoniya a fihla a obamela kgosi Solomone. Yaba Solomone o re ho yena: “Eya ha hao!” Ha nako ya ho shwa ha Davida e se e atametse, a laya Solomone, mora wa hae, a re: “Ke se ke ikela boyabatho. Eba sebete, o tshware senna. Boloka ditaelo tsa Morena Modimo wa hao; o tsamaye ka ditsela tsa hae, o boloke ditaelo tsa hae, le melao ya hae, le dikahlolo tsa hae, le ditemoso tsa hae, jwalokaha ho ngotswe Molaong wa Moshe, e le hore o tle o atlehe dinthong tsohle tseo o di etsang, le hohle moo o yang teng. Morena o tla phethahatsa polelo eo a neng a e bue ho nna, ha a re: Haeba bara ba hao ba ka ba le boitshwaro, metsamao ya bona ya nkgahla, mme ba tshepahala ka dipelo tsa bona tsohle, le ka moya wa bona wohle, terone ya Iseraele e ke ke ya hloka mohlahlami. “Hape o tseba seo Joabe, mora wa Seruya, a neng a nketse sona; e leng seo a neng a se etse ho balaodi ba babedi ba mabotho a Iseraele, bo-Abinere, mora wa Nere, le Amasa, mora wa Jetere. O ne a ba bolaye, a tsholla madi nakong ya kgotso, jwalokaha eka ke ntweng. Ka hona madi ao a qaphaletsa leqhama le lethekeng la hae, le meqathatso e maotong a hae. Ka baka leo, sebetsa ka bohlale ba hao, hore moriri wa hae o moputswa o se ke wa theohela Nqalong ya Bafu ka kgotso. “Ha e le bana ba Barasilai wa Mogileade, bona o ba etse hantle, e be ba bang ba ba jang le wena, hobane ba ile ba nkgauhela ha ke ne ke baleha ngwaneno Abosalome. “O se ke wa lebala Shimei, mora wa Gera wa Mobenjamine, ya tswang Bahurime, ya neng a nkgahlanyetse Jorodane. O ne a nkgahlanyetse ka mahlapa a tshabehang, mohla ke neng ke eya Mahanaime. Ke ne ke mo hlapanyetse ka lebitso la Morena, ka re: Nke ke ka o bolaya. Empa o se ke wa ba wa mo tshwarela. Kaha o motho ya bohlale, o so tla bona hore na o mo etsa jwang, hore moriri wa hae o moputswa o theohele Nqalong ya Bafu o le madi.” Davida a shwa, mme a epelwa Motseng wa Davida. Nako eo Davida a ileng a busa Iseraele ka yona e bile dilemo tse supileng a le Heborone, le tse mashome a mararo a metso e meraro a le Jerusalema, kaofela ya eba dilemo tse mashome a mane. Solomone a dula teroneng ya ntatae Davida, mme mmuso wa hae wa tsitsa. Adoniya, mora wa Hagite, a ya ho Batesheba, mma Solomone. Batesheba a re ho yena: “Na o tla ka kgotso?” Adoniya a araba, a re: “Ke tla ka kgotso.” Adoniya a boela a re: “Ke na le puonyana le wena.” Batesheba a re: “Bua!” Adoniya a re: “O a tseba hore mmuso e ne e le wa ka, mme Baiseraele bohle ba ne ba lebeletse hore ke buse. Empa mmuso o ile wa mphonyoha, Morena a o nea moreso. Jwale ke kopa ntho e le nngwe: O se ke wa mpa wa ntshwetsa.” Batesheba a re ho yena: “Bua!” Adoniya a re: “Ke a o rapela: Ako mpuele le kgosi Solomone, hobane ha a na ho o swetsa: o re a ke a mphe Abishake wa Moshuneme, e be mosadi wa ka.” Batesheba a re: “Ho lokile, ke tla o buela le kgosi.” Yaba Batesheba o ya ho kgosi Solomone, ho ya buella Adoniya. Kgosi ya ema ho mo amohela, ya mo obamela, ya dula teroneng ya yona, mma kgosi a fuwa setulo, mme a dula ka letsohong le letona ho kgosi. Batesheba a re: “Ke na le koponyana e fokolang. Ke a o rapela: O se ke wa mpa wa ntshwetsa.” Kgosi ya re ho yena: “Kopa, mme, ha ke na ho o swetsa.” Batesheba a re: “Ke kopa hore Abishake wa Moshuneme a newe Adoniya, ngwaneno, e be mosadi wa hae.” Kgosi Solomone a araba, a re ho mmae: “Ke ka lebaka lang o kopang hore Adoniya a newe Abishake wa Moshuneme? Hoja wa hla wa mo kopela le wona mmuso, hobane ke moholwane wa ka; e bile le moprista Abiatare, le Joabe, mora wa Seruya, ke ba lehlakore la hae.” Kgosi Solomone a hlapanya ka lebitso la Morena, a re: “Modimo a nketse tjena le tjena, esitana le ho feta, haeba nke ke ka bolaya Adoniya ka baka la kopo ena. Ka Morena ya phelang, ya mpeileng, a ba a ntsitsisa teroneng ya ntate, ya Davida, ya ntheetseng lelapa, jwalokaha a ne a tshepise, hona kajeno lena Adoniya o tla bolawa.” Ka taelo ya kgosi Solomone, Benaya, mora wa Jehoyada, a hlaba Adoniya, a mmolaya. Kgosi ya re ho moprista Abiatare: “Eya Anatote, ha hao. O lokela ho bolawa, empa kajeno o ke ke wa bolawa, hobane o ne o jara areka ya Morena Modimo, o etella pele ntate, Davida, mme o jarisana ditsietsi tsohle le yena.” Yaba Solomone o tlosa Abiatare setulong sa boprista ba Morena, e le hore ho tle ho phethahale polelo ya Morena, e neng e porofetwe Shilo, mabapa le ntlo ya Eli. Ha ditaba tsena di fihla ho Joabe, ya neng a le ka lehlakoreng la Adoniya, e seng ka ho la Abosalome, a balehela ka Tenteng ya Morena, a fihla a itshwarella ka manaka a aletare. Kgosi Solomone a tsebiswa, ha thwe: “Joabe o balehetse ka Tenteng ya Morena, ke yane o eme haufi le aletare.” Yaba Solomone o roma Benaya, mora wa Jehoyada, o re: “Tsamaya, o yo mmolaya!” Benaya a kena ka Tenteng ya Morena, a fihla a re ho Joabe: “Kgosi e re: Tswa! ” Joabe a re: “Tjhe! Ke tla shwela hona mona!” Benaya a kgutlisetsa karabo ho kgosi, a re: “Joabe o buile tjena, mme o nkarabile tjena.” Kgosi ya re ho yena: “Etsa jwalokaha a o boleletse. O mmolaye, o be o mo epele. Ka tsela ena, nna le ba lelapa leso, o tla be o re ntshitse molatong wa madi ao Joabe a a tsholotseng ntle ho lebaka. Morena o tla be a phetetsa madi ao ka hlooho ya hae, hobane o ne a bolaye banna ba babedi, ba lokileng, ba molemo ho mo feta. O ne a ba bolaye ka sabole, ntate, Davida, a sa tsebe letho. Banna bao ke Abinere, mora wa Nere, molaodi wa mabotho a Iseraele, le Amasa, mora wa Jetere, molaodi wa mabotho a Juda. Madi a bona a tla phetetswa ka hlooho ya Joabe, le ka ditloholo tsa hae kamehla yohle. Empa Morena o tla sitsa Davida, le ditloholo tsa hae, le lelapa la hae, le terone ya hae, ka kgotso ya kamehla.” Yaba Benaya, mora wa Jehoyada, o a ya, o fihla a phehletsa Joabe, a mmolaya. Joabe a epelwa hahabo, pela lehwatata. Yaba kgosi e bea Benaya, mora wa Jehoyada, hore e be molaodi wa mabotho bakeng sa Joabe; ya bea le moprista Sadoke bakeng sa Abiatare. Kgosi ya roma leqosa ho ya bitsa Shimei, mme ya re ho yena: “Ikgahele ntlo Jerusalema, o dule teng, mme o se ke wa tloha wa ya kae kapa kae. Mohla o ka tlohang, wa tshela molatswana wa Kiderone, o tsebe hantle hore o tla shwa, mme o tla be o ipolaile.” Shimei a re ho kgosi: “O bua hantle; mohlanka wa hao o tla phethisa jwalokaha monga ka, kgosi ya ka, a laetse.” Shimei a dula Jerusalema nako e telele. Kamora dilemo tse tharo, bahlanka ba babedi ba Shimei ba thobela ho Akishe, mora wa Maaka, kgosi ya Gate. Yaba ho bolellwa Shimei, ho thwe: “Hela! bahlanka ba hao ba thobetse Gate!” Shimei a ema, a qhaneha tonki ya hae, a ya Gate, ho Akishe, ho ya batla bahlanka ba hae. A tsamaya, a ya lata bahlanka ba hae Gate. Solomone a bolellwa hore Shimei o ile a tloha Jerusalema, a ya Gate, a ba a kgutla. Kgosi ya roma leqosa ho ya bitsa Shimei, mme ya re ho yena: “Na ha ke a ka ka o hlapantsha ka lebitso la Morena, ka ba ka o tiisetsa, ka re: Mohla o ka tlohang Jerusalema, wa ya kae kapa kae, o tsebe hantle hore o tla shwa? Yaba o re ho nna: O bua hantle. Jwale ke ka lebaka lang o sa kang wa boloka kano eo o neng o e etse ka lebitso la Morena, le taelo eo ke o laetseng yona?” Kgosi ya boela ya re ho Shimei: “O tseba bokgopo bohle bo ka pelong ya hao, boo o neng o bo etsetse Davida, ntate. Jwale Morena o o ahlolela bona. Kgosi Solomone yena o tla hlohonolofatswa, mme Morena o tla tiisa terone ya Davida kamehla yohle.” Ka taelo ya kgosi, Benaya, mora wa Jehoyada, a rutlolohela Shimei, a mmolaya. Jwale mmuso wa Solomone wa tiya. Solomone a etsa selekane le Faro, kgosi ya Egepeta, ka ho nyala moradi wa Faro. A mo bekela Motseng wa Davida, hobane o ne a eso hahe ntlo ya kgosi, le Tempele ya Morena, le lerako le potapotang Jerusalema. Feela setjhaba se ne se ntse se etsetsa mahlabelo dibakeng tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, hobane ho fihlela ka nako eo, Morena o ne a eso ka a hahelwa Tempele. Solomone o ne a rata Morena, a latela ditaelo tsa Davida, ntatae. Feela o ne a ntse a etsetsa mahlabelo dibakeng tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona le mekubetso a e tjhesetsa hona teng. Kgosi ya ya Gibeone ho ya etsetsa mahlabelo teng, hobane sebaka seo e ne e le sa borapedi se tumileng. Solomone a etsetsa dinyehelo tsa setjheso tse sekete hodima aletare e hona teng. Hona moo Gibeone, Morena a itlhahisa ho Solomone torong, bosiu, a re: “Kopa seo o lakatsang hore ke o fe sona.” Solomone a re: “O bile mohau haholo ho ntate, ho Davida mohlanka wa hao, hobane le yena a ile a tshepahala ho wena, a etsa tse lokileng, a hloka mano. Le kajeno o sa mmontshitse mohau ona o moholo, ka ho bea mora wa hae teroneng. “Wena, Morena Modimo wa ka, o entse hore nna mohlanka wa hao, ke be kgosi, ke hlahlame Davida, ntate. Empa nna ke sa le ngwana, ha ke tsebe hore na ho buswa jwang. Mohlanka wa hao o busa setjhaba sa hao, seo o ikgethetseng sona, se sengata hoo se ke keng sa balwa. Ka baka leo, ako nee mohlanka wa hao bohlale, hore a tsebe ho busa setjhaba sa hao, a hlalohanye botle ho bobe. Ke mang ya ka tsebang ho busa setjhaba se sekaalekaale?” Kopo ena ya Solomone ya kgahla Morena, mme Modimo a re ho yena: “Erekaha o kopile hona, o sa ikopela hore o phele halelele, kapa o rue, kapa o timetse dira tsa hao, o mpa o ikopetse bohlale ba ho tseba se lokileng, ke o etsetsa jwalokaha o kopile. Ke o nea bohlale, le kutlwisiso, tseo ho seng motho ya kileng a ba le tsona, mme ho seng ya tla ke a be le tsona. Hape ke o nea le seo o sa kang wa se kopa. Ha o sa ntse o phela, ke tla o nea maruo le tlotla, e leng tseo ho eso be le kgosi e kileng ya eba le tsona. Haeba o ka tsamaya ka ditsela tsa ka, wa boloka ditaelo tsa ka, le melao ya ka, jwalokaha Davida, ntatao, a ile a etsa, ke tla lelefatsa bophelo ba hao.” Ha Solomone a phaphama, a elellwa hore o ne a ntse a lora. Yaba o ya Jerusalema, o fihla a ema kapele ho areka ya selekane sa Morena, a etsa nyehelo ya setjheso, le nyehelo ya teboho, mme a etsetsa le matona wohle a hae mokete. Jwale basadi ba babedi ba diotswa ba ya ho kgosi, ba fihla ba ema kapele ho yona. Mosadi e mong a re: “Oho, monga ka, rona le mosadi enwa re phela ka tlung e le nngwe, mme ke ile ka beleha ngwana ke ena le mosadi enwa ka tlung. Ha ho fetile matsatsi a mararo ke belehile, mosadi enwa le yena o ile a beleha. Re ne re ena le yena, ho se motho e mong ya nang le rona ka tlung, haese rona ba babedi feela. “Ngwana wa mosadi enwa a shwa bosiu, kaha mmae a ile a mo hata. Mosadi enwa ke ha a tsoha hara bosiu, lekgabunyane la hao le sa kgalehile, a nka mora wa ka lehlakoreng la ka, a robala le yena, mme a kenya ngwana wa hae ya shweleng ka dikobong tsa ka. Hoseng ha ke tsoha, ke re ke nyantsha ngwana wa ka, ka fumana hore o shwele. Empa ha ke mo tadimisisa, ha ho se ho edile, ka bona hore hase mora wa ka, eo ke mo tswetseng.” Mosadi wa bobedi a re: “Tjhe! Ngwana ya phelang ke mora wa ka; mora wa hao ke ya shweleng.” Wa pele le yena a re: “Tjhe! Mora wa hao ke ya shweleng; wa ka ke ya phelang.” Ba ngangisana jwalo kapele ho kgosi. Jwale kgosi ya re: “Enwa o re: Mora enwa ya phelang ke wa ka, wa hao ke ya shweleng; enwa le yena o re: Tjhe! mora wa hao ke ya shweleng, wa ka ke ya phelang. ” Kgosi ya re: “Ntlisetseng sabole!” Yaba ba tlisetsa kgosi sabole. Kgosi ya boela ya re: “Kgekgethang ngwana enwa ya phelang, le nee mosadi e mong le e mong mokgekgetho!” Ka baka la motlopotlo wa ho tswala, mosadi eo ngwana ya phelang e neng e le wa hae a bua, a re ho kgosi: “Oho, monga ka, mpe o nee mosadi enwa ngwana enwa ya phelang, o se ke wa mmolaya.” Empa mosadi wa bobedi yena a re: “E se be wa ka kapa wa hao! A hle a kgekgethwe!” Jwale kgosi ya re: “Neang mosadi wa pele ngwana ya phelang, le se ke la mmolaya! Ke yena mmae.” Ha Baiseraele bohle ba utlwa kahlolo e entsweng ke kgosi, ba hlompha kgosi, ba e tshaba, hobane ba ile ba hlokomela hore Solomone o na le bohlale ba Modimo, ba ho ahlola ka toka. Kgosi Solomone e ne e le kgosi ya Iseraele yohle. Baokamedi ba mesebetsi ya hae e ne e le bana: Asariya, mora wa Sadoke, e ne e le moprista; Elehorefe le Ahiya, bara ba Shisha, e ne e le bangodi; Jehoshafate, mora wa Ahilode, e le mongodi wa diketsahalo; Benaya, mora wa Jehoyada, e le molaodi wa mabotho; Sadoke le Abiatare e le baprista; Asariya, mora wa Nathane, e le mookamedi wa babusi ba ditereke; moprista Sabude, mora wa Nathane, e ne e le sephatho sa kgosi; Ahishare e le mookamedi wa lelapa la kgosi; Adonirame, mora wa Abada, yena e le mookamedi wa makgoba. Solomone o ne a ena le babusi ba ditereke ba leshome le metso e mmedi naheng ya Iseraele, ba neng ba tlisetsa kgosi le lelapa la yona dijo. Mmusi ka mong o ne a ena le kgwedi eo ka yona a tlisetsang kgosi dijo. Mabitso a bona ke ana: Mora wa Hure o ne a le naheng e maralla ya Efraime; mora wa Dekere a le Makase, le Shaalebime, le Bete-Shemeshe, le Elone e Bete-Hanane; mora wa Hesede a le Arubote, a okametse Soko le naha yohle ya Hefere; mora wa Abinadabe, ya neng a nyetse Tafate, moradi wa Solomone, a okametse ditereke tsohle tsa Dore. Baana, mora wa Ahilode, o ne a okametse Taanake le Megido, le Bete-Sheane yohle e haufi le Saretane, tlasa Jesereele, ho tloha Bete-Sheane ho ya fihla Abele-Mehola, le ho ya fihla ka nqane ho Jokoneame. Mora wa Gebere a le Rama e Gileade, o ne a okametse metse ya Jaire, mora wa Manase. Metse eo e ne e le Gileade. O ne a bile a okametse Aregobe e Bashane. Kaofela e ne e le metse e mashome a tsheletseng, e meholo, e nang le marako, le mekwallo ya lethose. Ahinadabe, mora wa Ido, a le Mahanaime; Ahimase, ya neng a nyetse moradi e mong wa Solomone, ya bitswang Basemate, a le naheng ya Nafthali. Baana, mora wa Hushai, o ne a le Ashere le Alote; Jehoshafate, mora wa Parua, a le naheng ya Isakare; Shimei, mora wa Ela, a le naheng ya Benjamine; Gebere, mora wa Uri, a le Gileade, naheng ya Sihone, kgosi ya Baamore, le naheng ya Oge, kgosi ya Bashane. E ne e le yena feela mmusi wa naha eo. Setjhaba sa morabe wa Juda le sa Iseraele se ne se le sengata jwaloka lehlabathe le lebopong la lewatle. Se ne se eja, se enwa, se nyakalla. Solomone a busa mebuso yohle, ho tloha nokeng ya Euferatese, ho ya fihla naheng ya Bafilesita, le meeding ya Egepeta. Mebuso ena yohle ya mo tlisetsa dimpho, ya mo sebeletsa ka nako yohle ya ho phela ha hae. Dijo tsa Solomone, tsa letsatsi le leng le le leng, e ne e le dikilo tse ka bang dikete tse tharo tsa phofo e thumisehileng, le dikilo tse ka bang dikete tse tsheletseng tsa phofo feela; dipholo tse leshome tse nontshitsweng, le dipholo tse mashome a mabedi tse tswang makgulong, le dinku tse lekgolo, ho sa balwe dikgama, le ditshepe, le matsa, le dikgoho. Solomone o ne a busa naha yohle e ka bophirimela ho noka ya Euferatese, ho tloha Tifesa, ho ya fihla Gasa; a busa le dikgosi tsohle tsa naha eo. O ne a phedisana ka kgotso le ditjhaba tsohle tseo a neng a ahelane le tsona. Pusong yohle ya Solomone, ho tloha Dane ho ya fihla Beeresheba, ba morabe wa Juda le wa Iseraele ba ne ba phela ka kgotso, motho ka mong a dula tlasa sefate sa hae sa morara, kapa sa feiye. Solomone o ne a ena le dijelo tse dikete tse mashome a mane tsa dipere tse hulang dikariki tsa hae tsa ntwa; le bahlabani ba palamang ba dikete tse leshome le metso e mmedi. E mong le e mong wa babusi ba ditereke o ne a tlisetsa kgosi Solomone dijo ka kgwedi eo a e kgethetsweng, mme ho sa haelle letho. Mmusi ka mong, ho ya kamoo a laetsweng kateng, o ne a isa harese le seteroi moo di hlokwang teng, e le dijo tsa dipere tse hulang dikariki tsa ntwa, le tse palangwang. Modimo a nea Solomone bohlale bo makatsang, le kutlwisiso e makatsang, le tsebo e ngata jwaloka lehlabathe le lebopong la lewatle. Bohlale ba Solomone bo ne bo feta bohlale ba batho bohle ba Botjhabela, le ba batho bohle ba Egepeta. O ne a le bohlale ho feta batho bohle, a feta le Etane wa Moesera, le Hemane, le Kalekole, le Dareda, bara ba Mahole, mme lebitso la hae la tuma ditjhabeng tsohle tseo a neng a ahelane le tsona. Solomone a qapa maele a dikete tse tharo; difela tsona tsa eba sekete le metso e mehlano. A bua ka difate, ho tloha ka sefate sa kedare ya Lebanone, ho ya ho sa hisopa e melang marakong; a bua le ka diphoofolo, le ka dinonyana, le ka dihahabi, le ka ditlhapi. Batho bohle, ba tswang ditjhabeng tsohle tsa lefatshe, ba rongwa ke dikgosi tsa bona, tse ileng tsa utlwela tsa bohlale ba Solomone, hore ba yo inwesa ka nkgo. Hoba Hirame, kgosi ya Tire, a utlwe hore Solomone o tlotseditswe ho ba kgosi sebakeng sa ntatae, a roma bahlanka ba hae ho Solomone, hobane yena le Davida e ne e le metswalle ka nako yohle ya ho phela ha Davida. Solomone a romela molaetsa ho Hirame, a re: “O a tseba hore Davida, ntate, o ile a sitwa ho hahela Morena Modimo wa hae ntlo, ka baka la dira tse neng di mo futuhela kamahohle, ho fihlela ha Morena a entse hore a hlole dira tseo. Jwale Morena Modimo wa ka, o mphile kgotso kahohle; ha ho sera, ha ho tsietsi. Ka baka leo, ke hopola ho hahela Morena Modimo wa ka ntlo, jwalokaha Morena a ile a bua ho Davida, ntate, a re: Mora wa hao, eo ke tla mmea teroneng ya hao ho o hlahlama, ke yena ya tla nkgahela ntlo. “Ka hona ako laele hore ke romelwe difate tsa dikedare tsa Lebanone. Bahlanka ba ka ba tla sebetsa le ba hao. Ke tla lefa bahlanka ba hao kamoo wena o tla bolela kateng. O a tseba hore hara batho ba ka ha ho le ya mong ya ka remang difate hantle jwaloka batho ba Sidone.” Ha Hirame a utlwa mantswe ana a Solomone, a thaba haholo, a ba a re: “Kajeno ho bokwe Morena, yena ya neileng Davida mora ya bohlale, hore a buse setjhabahadi sena.” Yaba Hirame o romela molaetsa ho Solomone, o re: “Ke utlwile molaetsa wa hao; ke tla etsa kamoo o lakatsang kateng, ke o romele difate tsa dikedare le tsa modutu. Bahlanka ba ka ba tla di theola Lebanone, ba di ise lewatle, mme nna ke tla di tlamahanya, ke di akgele lewatleng, di sike le lebopo di phaphametse, di be di yo fihla moo o tla re di iswe teng. Ha di fihla teng di tla tlamollwa, ebe o a di thotha. Wena ha o ka fepa lelapa la ka, ke tla kgotsofala.” Yaba Hirame o nea Solomone difate tsa dikedare le tsa modutu, ho ya kamoo Solomone a neng a laetse kateng. Ka selemo se seng le se seng Solomone a nea Hirame dikilo tse ka bang dimilione tse pedi tsa koro, le dilethara tse ka bang dikete tse makgolo a mane tsa ole e hlwekileng ya mohlwaare, ho fepa lelapa la hae. Morena a nea Solomone bohlale, jwalokaha a ne a mo tshepisitse. Ha eba le kgotso pakeng tsa Hirame le Solomone, ba ba ba etsa selekane. Kgosi Solomone a bokella makgoba a dikete tse mashome a mararo naheng yohle ya Iseraele. Ka kgwedi a romela makgoba a dikete tse leshome Lebanone. A ne a ye a qete kgwedi Lebanone, tse pedi a di qete a le hae. Adonirame e ne e le yena mookamedi wa makgoba ana. Solomone o ne a ena le makgoba a dikete tse mashome a supileng a neng a thotha thepa, le a dikete tse mashome a robedi a neng a betlela majwe kwaring. Ho ne ho bile ho ena le balebedi ba dikete tse tharo le makgolo a mararo, ba neng ba beilwe ke Solomone ho hlokomela mesebetsi e fapakaneng, mme ba okametse basebetsi. Kgosi ya laela hore ho tjhekwe majwe a maholo, a bohlokwa a betlwe ka makgethe, ho tla etsa motheo wa Tempele. Dihahi tsa Solomone, le tsa Hirame, mmoho le Bagebale, tsa thua majwe, tsa betla mapolanka le majwe a ho haha Tempele. Ka selemo sa makgolo a mane le mashome a robedi bana ba Iseraele ba tswile Egepeta, ka kgwedi ya Motsheanong, e leng kgwedi ya bobedi selemong sa bone Solomone a busa naha ya Iseraele, Solomone a qala ho haha Tempele ya Morena. Bolelele ba Tempele eo kgosi Solomone a neng a e hahela Morena e ne e le dimethara tse mashome a mabedi a metso e supileng, bophara e le dimethara tse robong, bophahamo e le dimethara tse leshome le metso e meraro le halofo. Bolelele ba lethule le kapele ho Tempele e ne e le dimethara tse nne le halofo, bophara ba lona e le dimethara tse robong, ho lekana le bophara ba Sehalalelo. Tempele ena a e etsetsa difesetere tse nang le lesira la mapolanka. Kantle ho Tempele a haha dikamore tse nang le disolloro tse tharo, tse hlomathisitsweng marakong a Tempele ho e potapota. Bophara ba solloro e katlasetlase e ne e le dimethara tse ka bang pedi le halofo, bophara ba e hare e le dimethara tse ka bang tharo, mme bophara ba e kahodimodimo e le dimethara tse ka bang nne. Bophara ba lerako la Tempele bo ne bo sesefala ha lerako le ntse le eya hodimo, kaha le ne le siile dikgetshe tse tla tshehetsa difate tsa solloro, hore di se ke tsa hahellwa lerakong la Tempele. Tempele e ne e hahilwe ka majwe a ileng a betlelwa moo a tjhekilweng teng, e le hore ho se be lerata la noto, kapa la tjhesele, kapa la tshepe efe le efe le ka utlwahalang ka Tempeleng ha e ntse e hahuwa. Monyako wa solloro e katlasetlase o ne o le ka letsohong le letona la Tempele. Batho ba ne ba nyoloha ka mehato e itswapang ho ya kena sollorong ya bobedi, mme ba tswe ho eo ya bobedi, ba yo kena ho ya boraro. Ha Solomone a se a qetile ho haha lerako la Tempele, a e fera ka difate, a e rulela ka mapolanka a kedare. Jwale a hlomathisa disolloro, tsa hahellwa lerakong la Tempele, ho e potapota; bophahamo ba e nngwe le e nngwe ya disolloro e le dimethara tse ka bang tharo, mme disolloro tsa kopanngwa le lerako ka difate tsa kedare. Yaba lentswe la Morena le fihla ho Solomone, le re: “Ha e le mona o haha Tempele ena, tseba hore haeba o ka tsamaya ho ya ka ditsela tsa ka, wa phethahatsa dikahlolo tsa ka, wa boloka melao ya ka, wa tsamaya ka yona, nna ke tla phethahatsa tshepiso ya ka ho wena, eo ke neng ke e etsetse Davida, ntatao. Ke tla phela hara bana ba Iseraele, mme nke ke ka furalla setjhaba sa ka sa Iseraele.” Yaba Solomone o haha Tempele, o a e qeta. Ho tloha moralong wa Tempele, ho ya fihla marulelong a yona, mabota a manehwa mapolanka a kedare, mme fatshe ho Tempele teng ha kokotellwa mapolanka a sefate sa modutu. Motsheo ho Tempele a haha motero ka mapolanka a kedare, a o haha ho tloha fatshe ho ya fihla marulelong. Bophahamo ba wona e ne e le dimethara tse robong, o sireleditse Sehalalelo le Sehalalelo se halalelang ka ho fetisisa. Bolelele ba Tempele, bo ka kwano ho motero, e ne e le dimethara tse leshome le metso e robedi. Mapolanka a kedare, a maboteng a kahare, a ne a betlilwe, ho entswe ditholwa le dithunthung. Mabota a ne a kwahetswe ka kedare, ho se na lejwe le bonahalang. Motsheotsheo ho Tempele a haha Sehalalelo, kamoo ho tla bolokwa areka ya selekane sa Morena kateng. Bolelele ba Sehalalelo sena e ne e le dimethara tse robong, bophara e le dimethara tse robong, bophahamo e le dimethara tse robong, mme se manehilwe kgauta e hlwekileng. Le aletare ya mapolanka a kedare a e maneha kgauta. Solomone a maneha bokahare ba Tempele ka kgauta e hlwekileng; monyakong o kenang ka Sehalalelong se halalelang ka ho fitisisa, se neng se manehilwe kgauta le sona, a etsa lesira ka diketane tsa kgauta. Bokahare bohle ba Tempele a bo maneha kgauta ho fihlela mabota wohle a kwahelehile. Le aletare yohle, e neng e le pela Sehalalelo, a e maneha kgauta. Ka Sehalalelong a etsa dikerubime tse pedi ka sefate sa mohlwaare, bophahamo ba kerubime ka nngwe bo fetafeta dimethara tse nne. Bolelele ba lepheo ka leng la kerubime ya pele bo ne bo fetafeta dimethara tse pedi, mme bolelele ba ho tloha ntlheng ya lepheo le leng ho isa ntlheng ya lepheo le leng bo fetafeta dimethara tse nne. Le bolelele ba kerubime ya bobedi bo ne bo fetafeta dimethara tse nne. Dikerubime tsena tse pedi di ne di lekana ka boholo, di tshwana le ka sebopeho. Bophahamo ba kerubime e nngwe le e nngwe bo ne bo fetafeta dimethara tse nne. Dikerubime tsena a di bea bohareng ba Sehalalelo se halalelang ka ho fetisisa, mapheo a tsona a thathaletse, hoo ntlha ya lepheo la kerubime e nngwe e neng e thetsitse lebota le leng, le ntlha ya lepheo la kerubime ya bobedi e thetsitse lebota le leng, mme dintlha tsa mapheo a mang di kopane bohareng ba Sehalalelo se halalelang ka ho fetisisa. Dikerubime tsena a di maneha kgauta. Maboteng wohle a Tempele le a Sehalalelo, ho a potapota, a betla ditshwantsho tsa dikerubime, le tsa difate tsa dipalema, le tsa dithunthung. Fatshe ho Tempele le ho Sehalalelo a maneha kgauta. Monyako wa Sehalalelo wa etsetswa mamati a mabedi ka sefate sa mohlwaare; dikosene di ne di entse dihuku tse hlano. Mamati a mabedi ao le wona a ne a entswe ka sefate sa mohlwaare; hodima wona Solomone a betla ditshwantsho tsa dikerubime, le tsa difate tsa dipalema, le tsa dithunthung. Hodima mamati ao, le hodima ditshwantsho tsa dikerubime le tsa difate tsa dipalema, a maneha kgauta. Lemati la monyako wa Tempele le lona a le etsetsa dikosene tsa sefate sa mohlwaare tse mahlakore a mane. Mamati ao a mabedi a ne a entswe ka sefate sa modutu; le leng le le leng le ena le dikarolo tse pedi, tse menahanang ha le bulwa. Hodima wona Solomone a betla ditshwantsho tsa dikerubime, le tsa dipalema, le tsa dithunthung, mme ditshwantsho tseo a di maneha kgauta. Solomone a etsa seotlwana se kahare ke mela e meraro ya majwe a betlilweng, le ka mola o le mong wa ditshiya tsa kedare. Motheo wa Tempele o ne o ile wa ralwa ka selemo sa bone sa puso ya Solomone, ka kgwedi ya Motsheanong. Ka selemo sa leshome le motso o mong, ka kgwedi ya Pudungwana, e leng kgwedi ya borobedi, Tempele ya phethwa kahohlehohle, ho ya ka moralo wa yona. Solomone o ne a qete dilemo tse supileng a ntse a haha Tempele. Solomone a boela a nka dilemo tse leshome le metso e meraro a ntse a haha ntlo ya hae, ho fihlela a ba a e qeta kahohlehohle. A haha le ntlo e bitswang Moru wa Lebanone. Bolelele ba yona e ne e le dimethara tse mashome a mane a metso e mene, bophara e le dimethara tse mashome a mabedi a metso e mmedi, bophahamo e le dimethara tse leshome le metso e meraro le halofo. E ne e ena le mela e mene ya ditshiya tsa kedare, mme hodima ditshiya tseo ho beilwe maballo a kedare. E ne e ruletswe ka mapolanka a kedare, a le hodima maballo a tsheheditsweng ke ditshiya. Maballo ana a ne a le mashome a mane a metso e mehlano, mola ka mong o ena le maballo a leshome le metso e mehlano. Maboteng a mabedi a shebaneng, ho ne ho ena le mela e meraro ya difesetere leboteng le leng le le leng. Difesetere tseo di ne di tobane hantle. Dikosene tsa mamati wohle, le tsa difesetere, di ne di le dihuku di nne, mme mela e meraro ya difesetere e tobane hantle. A etsa lethule ka ditshiya; bolelele ba lona e le dimethara tse mashome a mabedi a metso e mmedi, bophara e le dimethara tse leshome le metso e meraro le halofo. A etsetsa terone ya hae lethule, e leng lethule la dinyewe, moo a tla ahlolela teng. Fatshe ho ne ho kokoteletswe mapolanka a kedare. Ntlo eo a neng a phela ho yona e ne e le ka lethuleng le leng, e hahilwe jwaloka lethule la dinyewe. Solomone a hahela moradi wa Faro, eo a neng a mo nyetse, ntlo e jwaloka lethule lena. Ho tloha motheong, ho ya fihla pheletsong ya lerako, le lethuleng le leholo, matlo ana wohle a ne a hahilwe ka majwe a betlilweng ka makgethe, ho ya ka ditekanyetso tsa teng; a kwetlisitsweng kantle le kahare ka ditjhesele tse meno. Motheo o ne o entswe ka majwe a makgethe, a melelemahadi; bolelele ba a mang e le dimethara tse tharo le halofo, a mang e le dimethara tse nne. Hodima ao ho ne ho ena le majwe a mang a betlilweng ka makgethe, ho ya ka ditekanyetso tsa teng, ho bile ho ena le difate tsa kedare. Lebala le leholo la ntlo ya kgosi, le lebala le kahare la Tempele, le lebala la monyako wa Tempele, kaofela a ne a potapotilwe ke lerako la majwe, le nang le mela e meraro, mme hodima lona ho hlomilwe ditshiya tsa difate tsa kedare. Kgosi Solomone a roma maqosa Tire, ho ya lata Hirame. Hirame e ne e le mora wa mosadi wa mohlolohadi wa morabe wa Nafthali. Ntatae e ne e le moahi wa Tire, e le sethudi sa lethose. Le yena Hirame o ne a hlalefile, a ena le kutlwisiso, le masene a ho etsa mesebetsi yohle e etswang ka lethose. Yaba o tla ho kgosi Solomone, mme a etsa mosebetsi wohle wa kgosi. Hirame a bopa ditshiya tse pedi tsa lethose; bolelele ba e nngwe le e nngwe e le dimethara tse robedi, botenya e le dimethara tse ka bang hlano le halofo. Ka lethose le qhibidisitsweng a bopa dikotola tse pedi, tse tla bewa hodima ditshiya. Bolelele ba kotola e nngwe le e nngwe e ne e le dimethara tse ka bang pedi le halofo. Dikotola tse kahodima ditshiya tsa etsetswa mekgabiso e mmedi e lohilweng jwaloka letlowa, le meqhaka e lohilweng jwaloka ketane. Kotola e nngwe le e nngwe ya etsetswa mekgabiso e supileng. A boela a etsa mela e mmedi ya dikgarenate hodima mokgabiso o mong le o mong o kang letlowa; mela eo ya potoloha dikotola tse hodima ditshiya, ho di kgabisa. Dikotola tse hodima ditshiya tse lethuleng di ne di tshwana le dikgahla, bolelele ba tsona e le dimethara tse ka bang pedi. Kotola e nngwe le e nngwe e hodima tshiya, e ne e kgabisitswe ka dikgarenate tse makgolo a mabedi, di entse mela e mmedi, e potolohang mpeng ya kotola e nngwe le e nngwe. Hirame a hloma ditshiya lethuleng la Tempele. Tshiya e ka letsohong le letona a e bitsa Jakine, e ka letsohong le letshehadi a e bitsa Boase. Dikotola tse hodima ditshiya tsa etsetswa mekgabiso e tshwanang le dikgahla, mme yaba jwale mosebetsi wa ho etsa ditshiya o phethehile. Jwale Hirame a etsa tanka e tjhitja ka lethose le qhibidisitsweng. Botebo ba yona e ne e le dimethara tse ka bang pedi le halofo, bolelele ba boahlamo ba yona e le dimethara tse nne le halofo, bolelele ba ho e potapota e le dimethara tse ka bang leshome le metso e meraro le halofo. Katlase ho molomo wa yona, ho o potapota, ho ne ho ena le ditholwa tse mela e mmedi, tse bopeletsweng le tanka ha e etswa, halofo e nngwe le e nngwe ya methara e ena le ditholwa tse leshome. Tanka e ne e eme hodima mekokotlo ya dipholo tse leshome le metso e mmedi, tse tharo di tadimile leboya, tse tharo di tadimile bophirimela, tse tharo di tadimile borwa, tse tharo di tadimile botjhabela. Tanka e ne e beilwe hodima mekokotlo ya tsona, di furallane. Morumo wa tanka e ne e le dimilemethara tse mashome a supileng a metso e mehlano, molomo wa yona o ahlame jwaloka wa komiki, o ena le dithunthung tsa dikgahla. E ne e tshela dilethara tse ka bang mashome a mane a dikete. Hirame a etsa dikariki tse leshome tsa lethose; bolelele ba kariki ka nngwe e le dimethara tse ka bang pedi, bophara e le dimethara tse ka bang pedi, bophahamo e le methara le halofo. Dikariki di ne di entswe ka mokgwa ona: Mahlakoreng di ne di ena le mamatjana a fapilweng ka dikosene. Mamatjana ana a fapilweng ka dikosene a ne a kgabisitswe ka ditshwantsho tsa ditau, le tsa dipholo, le tsa dikerubime; le dikosene di ne di kgabisitswe jwalo. Dikoseneng tse kahodimo le tse katlase ho ditshwantsho tsa ditau le tsa dipholo, ho ne ho ena le mekgabiso e folletsweng. Kariki e nngwe le e nngwe e ne e ena le mabidi a mane a lethose, le diase tsa lethose. Huku e nngwe le e nngwe ya dihuku tse nne, e ne e ena le setshehetso sa lethose, se tshehetsang sekotlolo. Ditshehetso di ne di kgabisitswe ka meqhaka e folletsweng. Molomo wa sekotlolo o ne o le motjhitja, mme bophahamo ba wona ho tloha kahare e le disenthimethara tse mashome a mane a metso e mehlano, le disenthimethara tse leshome le metso e robedi ho ya tlase ho kariki. Ho ne ho betlilwe ditshwantsho ho se potapota. Kariki e ne e ena le mabidi a mane, bophahamo ba wona e le disenthimethara tse mashome a tsheletseng a metso e tsheletseng, a le katlasa mamatjana, diase tsa wona di kopane katlase. Mabidi a ne a entswe jwaloka mabidi a kariki. Diase tsa wona, le dinafo tsa wona, le mabanta a wona, le dipeke tsa wona, di ne di entswe ka lethose. E nngwe le e nngwe ya dihuku tse nne tsa kariki e ne e ena le setshehetso, mme ditshehetso tsena di bopeletswe mmoho le kariki. Kahodimo ho kariki ho ne ho ena le lebanta le letjhitja, bophahamo ba lona e le disenthimethara tse mashome a mabedi a metso e mmedi; ho bile ho ena le ditshehetso. Ditshehetso le mamatjana di ne di bopeletswe mmoho le kariki. Mamatjaneng le ditshehetsong ho ne ho betlilwe ditshwantsho tsa dikerubime, le tsa ditau, le tsa difate tsa dipalema, hohle moo sebaka se neng se le teng, mme ha potapotiswa le mekgabiso e folletsweng. Hirame a etsa dikariki tseo tse leshome ka wona mokgwa ona, mme kaofela di ne di lekana ka boholo, di tshwana le ka sebopeho. Jwale Hirame a etsa dikotlolo tse leshome tsa lethose. Sekotlolo ka seng se ne se tshela dilethara tse ka bang makgolo a robedi; bolelele ba boahlamo ba sona e le dimethara tse ka bang pedi. E nngwe le e nngwe ya dikariki tse leshome e ne e ena le sekotlolo sa yona. A bea dikariki tse hlano ka lehlakoreng le letona la Tempele, le tse ding tse hlano ka lehlakoreng le letshehadi la Tempele. Tanka yona a e bea ka borwa bo ka botjhabela ho Tempele. Hirame a bopa dipitsa, a etsa le dikgarafu, le dikotlolo, yaba o qeta mosebetsi wohle wa Tempele ya Morena, oo a neng a o etsetsa kgosi Solomone. E ne e le dintho tsena: ditshiya tse pedi, le dikotola tse pedi tse neng di le hodima ditshiya; matlowa a mabedi a kwahelang dikotola tse pedi, tse neng di le hodima ditshiya; dikgarenate tse makgolo a mane tsa lethose tse kgabisitseng matlowa a mabedi. Letlowa ka leng le ne le ena le mela e mmedi ya dikgarenate, mola ka mong o ena le dikgarenate tse makgolo a mabedi, tse kgabisang dikotola tse pedi tse neng di le hodima ditshiya; dikariki tse leshome le dikotlolo tse leshome, tse hodima tsona; tanka e le nngwe le dipholo tse leshome le metso e mmedi, tse neng di e jere, le dipitsa, le dikgarafu, le dikotlolo. Dintho tsena tsohle tsa Tempele ya Morena, tseo Hirame a ileng a di etsetsa kgosi Solomone, di ne di entswe ka lethose le hadimang. Kgosi ya etsetsa dintho tsena phuleng ya Jorodane, e sethulelong se pakeng tsa Sukote le Saretane. Dintho tsena tsohle Solomone a se ke a di bea sekaleng, hobane di ne di le ngata haholo; le boima ba lethose bo ne bo sa tsejwe. Solomone a etsa thepa yohle ya Tempele ya Morena: aletare ya kgauta, le tafole ya kgauta, moo ho neng ho bewa bohobe bo halalelang, le didulwana tsa mabone tsa kgauta e hlwekileng, tse beilweng kapele ho Sehalalelo; tse hlano tsa didulwana di le ka letsohong le letona, tse hlano ka ho le letshehadi; le dipalesa, le mabone, le matlao a kgauta; le dikotlolo, le ditimamabone, le matlao, le dikgaba, le dipitsana tsa mokubetso tsa kgauta e hlwekileng, le dihokelo tsa kgauta tsa mamati a Sehahalelo sa halalelang ka ho fetisisa, le tsa mamati a ntlo, e leng Tempele. Yaba mosebetsi wohle, oo kgosi Solomone a neng a o etsetsa Tempele ya Morena, o a phethwa. Jwale Solomone a kenya dintho tsohle tseo ntatae Davida a neng a di abetse Morena: silefera, le kgauta, le dijana, mme tsena a di bea hara matlotlo a Tempele ya Morena. Jwale Solomone a kgobokanya baholo ba Baiseraele, le dihlooho tsohle tsa merabe, le mahosana a malapa a bana ba Iseraele. Bohle ba tla Jerusalema ho kgosi Solomone, hore ba tlo nyolla areka ya selekane, e tswe Motseng wa Davida, e leng Sione. Banna bohle ba Baiseraele ba kgobokanela ho kgosi Solomone, mohla mokete, ka kgwedi ya Mphalane, e leng kgwedi ya bosupa. Baholo bohle ba Baiseraele ba tla, mme baprista ba nka areka. Baprista le Balevi ba nyolla areka ya Morena, le Tente ya Morena, le dintho tsohle tse halalelang, tse neng di le ka Tenteng ya Morena. Bo-kgosi Solomone le setjhaba sohle sa Iseraele se neng se kgobokanetse ho yena, ba ema kapele ho areka, ba etsa mahlabelo ka dinku le ka dipholo tse ngata hoo di neng di ke ke tsa balwa. Baprista ba tlisa areka ya selekane sa Morena ka Tempeleng, ba e bea ditulong tsa yona, ka Sehalalelong se halalelang ka ho fetisisa, tlasa mapheo a dikerubime. Dikerubime tseo di ne di thathaladitse mapheo a mabedi hodima moo areka e bewang teng, a okametse areka le mefeng ya yona. Mefeng e ne e hlahisitse dintlha tsa yona, hoo dintlha tseo di neng di bonahala ha motho a le ka Sehalalelong, a tobane le Sehalalelo se halalelang ka ho fetisisa, empa di ne di sa bonahale ha motho a le sebakeng se seng, mme di sa ntsane di le moo le kajeno-ya-bokajeno. Ho ne ho se letho kahara areka, haese matlapa a mabedi, ao Moshe a neng a a kenye kateng ha ba le Horebe, mohla Morena a etsang selekane le bana ba Iseraele, ha ba ne ba etswa naheng ya Egepeta. Yare ha baprista ba etswa ka Sehalalelong, leru la tlala ka Tempeleng ya Morena, hoo baprista ba ileng ba sitwa ho sebeletsa, hobane tlotla ya Morena e ne e tletse ka Tempeleng ya Morena. Jwale Solomone a re: “Morena o itse o tla aha fifing le letsho! Jwale ke o hahetse Tempele ya bodulo, baka se tsitsitseng sa bodulo ba mehla yohle.” Setjhaba sohle sa Iseraele se ne se eme. Kgosi Solomone a retelehela ka ho sona, a se tadima, mme a se hlohonolofatsa sohle. Yaba kgosi e re: “Ho ke ho bokwe Morena Modimo wa Iseraele, ya phethahaditseng seo a neng a se tshepise Davida, ntate, ka molomo wa hae, a re: Ho tloha mohla ke ntshang setjhaba sa ka Egepeta, ha ho motse hara merabe ya Iseraele, oo nkileng ka o kgetha hore ke hahe Tempele eo ke tla dula ho yona; ke ne ke kgethe Davida hore a buse setjhaba sa ka sa Iseraele. “E ne e le takatso ya Davida, ntate, ho hahela Morena Modimo wa Iseraele Tempele. Empa Morena a re ho Davida, ntate: O ne o lakatsa ho nkgahela Tempele, mme ke hantle ha o ile wa lakatsa jwalo. Leha ho le jwalo, wena ha o ka ke wa haha Tempele eo, empa mora wa hao, ya tla tswa lethekeng la hao, ke yena ya tla nkgahela yona. “Jwale Morena o phethahaditse polelo eo a neng a e bue. Ke tswetswe tlung ya Davida, ntate; ke dutse teroneng ya Iseraele jwalokaha Morena a ne a tshepise, mme ke hahetse Morena Modimo wa Iseraele Tempele. Ke lokisitse sebaka sa areka, moo ho bolokilweng selekane sa Morena, seo a neng a se etse le bo-ntata rona, ha a ne a ba ntsha naheng ya Egepeta.” Yaba Solomone o ema kapele ho aletare ya Morena, moo setjhaba sohle sa Baiseraele se ntseng se bona, o phahamisetsa matsoho a hae lehodimong, mme a re: “Morena Modimo wa Iseraele, ha ho Modimo ya kang wena hodimo lehodimong, kapa tlase lefatsheng, ya bolokang selekane le bahlanka ba hae, a ba bontshe mohau ha ba mo tshepa ka dipelo tsa bona tsohle. O bolokile tshepiso eo o neng o e etsetse mohlanka wa hao Davida, ntate. O bile o ne o bue ka molomo wa hao, mme ka letsatsi lena o e phethahaditse ka matla a hao. “Jwale ka baka leo, wena Morena Modimo wa Iseraele, ako boloke tshepiso eo o neng o e etsetse mohlanka wa hao Davida, ntate, wa re: Haeba bana ba hao ba ka ba le boitshwaro, metsamao ya bona ya nkgahla, mme ba tshepahala ka dipelo tsa bona tsohle, le ka moya wa bona wohle, jwalokaha o ile wa etsa, terone ya Iseraele e ke ke ya hloka mohlahlami. Jwale oho, Morena Modimo wa Iseraele, ke a o rapela: Tshepiso ya hao, eo o neng o e etsetse mohlanka wa hao Davida, ntate, e ke e phethahatswe. “Empa na ruri Modimo o tla hle a ahe lefatsheng? Bona, esita le lehodimo la mahodimo ha le a o lekana; ebe jwale Tempele ee, e hahilweng ke nna, yona e ka o lekana jwang? Leha ho le jwalo, oho, Morena Modimo wa ka, ako mamele thapelo ya mohlanka wa hao, le kopo ya hae, o utlwe sello le thapelo, e leng tseo mohlanka wa hao a o rapelang ka tsona kajeno. Bosui le motsheare mahlo a hao a ke a lebele ntlo ena, e leng sebaka seo o buileng ka sona, wa re: Nna ke tla ba teng mona. Ako utlwe thapelo eo mohlanka wa hao a tla e etsa a le sebakeng sena. “Ako mamele kopo ya mohlanka wa hao, le ya setjhaba sa hao sa Iseraele, ha se rapela se le sebakeng sena. Mamela o le leahong la hao le lehodimong, mme ha o utlwa o se tshwarele. “Ha motho a sitelwa wa habo, mme ho thwe a hlapanye kapele ho aletare ya hao, ka tlung ena, o utlwe o le lehodimong, mme o ahlolele bahlanka ba hao; o tswe ya kgopo, o mo jarise molato wa hae; o lokolle ya se nang molato, o mo ahlolele ho ya ka ho hloka molato ha hae. “Ha setjhaba sa hao sa Iseraele se hlolwa ke dira, kahobane se o sitetswe, mme eba se kgutlela ho wena, se tlotlisa lebitso la hao, se o rapela, se o kopa se le ka tlung ena, o se utlwe o le lehodimong, mme o tshwarele setjhaba sa hao sa Iseraele sebe sa sona, o se kgutlisetse naheng eo o neng o e nee bo-ntata sona. “Ha letsatsi le eme, pula e sa ne, hobane setjhaba sa hao se o sitetswe, mme eba se o rapela se le ka tlung ena, se tlotlisa lebitso la hao, se furalla sebe sa sona ha o se otla, o se utlwe o le lehodimong, mme o tshwarele bahlanka ba hao, e leng setjhaba sa hao sa Iseraele, sebe sa bona. Ako ba rute tsela e lokileng, eo ba tla tsamaya ka yona. Naha ya hao, eo o e neileng setjhaba sa hao hore e be lefa la sona, o e nesetse pula. “Haeba naha e ena le sekoboto, ho ena le lefu la sewa, lebabo, boroku, ditsie, kapa bookgolane; eba dira tsa setjhaba sena di etsetsa metse ya sona thibella; leha ho ka ba le sewa sefe le sefe, kapa malwetse afe le afe; thapelo kapa kopo efe le efe e etswang ke motho ofe le ofe, kapa ke setjhaba sa hao sohle sa Iseraele, kamoo motho ka mong a kgwebethwang ke letswalo la hae kateng, eba o otlollela matsoho a hae tlung ena, o utlwe o le leahong la hao le lehodimong, o ba tshwarele, o ba thuse. Motho ka mong o mo putse ho ya ka diketso tsa hae, kamoo o tsebang pelo ya hae kateng, hobane ke wena, mme ke wena feela, ya tsebang dipelo tsa batho bohle; ba tle ba o tshabe ka matsatsi wohle ha ba ntse ba phela naheng eo o neng o e nee bo-ntata bona. “Le moditjhaba eo e seng wa setjhaba sa hao sa Iseraele, o tla tla ka baka la lebitso la hao, a etswa naheng e hole, hobane baditjhaba ha ba utlwa botumo ba hao, le matla a hao, le thuso ya hao, ba tla tla tlung ena ba tlo rapela. O utlwe o le leahong la hao le lehodimong, moditjhaba eo o mo etsetse tsohle tseo a di kopang ho wena, e le hore ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tle di tsebe lebitso la hao, di o tshabe, jwalokaha setjhaba sa hao sa Iseraele se o tshaba; di be di tsebe le hore ntlo ena eo ke e hahileng e bitswa ka wena. “Ha setjhaba sa hao se futuhela dira tsa sona, hohle moo o ka se romelang teng, mme se rapela se tadimile motseng oo o o kgethileng, le tlung ena eo ke o hahetseng yona, o utlwe thapelo ya sona le kopo ya sona o le lehodimong, o se lwanele. “Haeba ba o sitelwa, hobane ha ho motho ya sa sitweng, o tla ba halefela, o neelane ka bona ho dira tsa bona, hore di ba hape, e be bathopuwa, di ba ise naheng ya tsona e hole kapa e haufi. Empa ha ekare ha ba le naheng eo ba isitsweng ho yona e le bathopuwa, ba baka, mme hona moo naheng eo ya bathopi ba bona, ba o kopa, ba re: Re sitilwe, re kgelohile, re entse bakgopo, mme ba kgutlela ho wena ka dipelo tsa bona tsohle, le ka meya ya bona yohle ha ba ntse ba le naheng eo ya dira tsa bona, tse ileng tsa ba etsa bathopuwa; ba o rapela ba tadimile naheng ena ya bona, eo o neng o e nee bo-ntata bona, le motseng ona oo o o kgethileng, le tlung ena eo ke o hahetseng yona, o utlwe thapelo ya bona, le kopo ya bona, o le leahong la hao le lehodimong, mme o ba lwanele. Tshwarela setjhaba sa hao se o sitetsweng, o se tshwarele ditshito tsa sona, tseo se o sitetsweng ka tsona. Etsa hore bao ba se thopileng ba be le mohau, ba se hauhele. Setjhaba sena ke sa hao, ke lefa la hao; o se ntshitse Egepeta, seboping se tukang malakabe. “O ke o ananele kopo ya mohlanka wa hao, le ya setjhaba sa hao sa Iseraele, mme kamehla ha se ipiletsa ho wena o se utlwe. Oho, Morena Modimo, o ne o kgethe setjhaba sena hara ditjhaba tsohle tsa lefatshe, hore e be lefa la hao, jwalokaha o ne o bue ka Moshe, mohlanka wa hao, ha o ne o ntsha bo-ntata rona Egepeta.” Ha Solomone a qetile ho rapela Morena ka thapelo ena yohle le ka kopo ena, a phahama kapele ho aletare ya Morena, moo a neng a ntse a kgumame teng, a phahamiseditse matsoho a hae lehodimong. A ema, a bua ke lentswe le phahameng, a hlohonolofatsa setjhaba sohle sa Iseraele, a re: “Ho bokwe Morena, ya neileng setjhaba sa hae sa Iseraele phomolo, jwalokaha a ne a tshepise. Ha ho tshepiso le e nngwe ya ditshepiso tseo a neng a di etse ka Moshe, mohlanka wa hae, e sa phethahalang. Morena Modimo wa rona, a be le rona, jwalokaha a bile le bo-ntata rona; a se ke a re lahla, a re furalla. A ke a sokollele dipelo tsa rona ho yena, re tsamaye ditseleng tsohle tsa hae, re boloke melao ya hae, le ditaelo tsa hae, le dikahlolo tsa hae, tseo a di laetseng bo-ntata rona. Motsheare le bosiu Morena Modimo wa rona, a ke a hopole mantswe ana ao ke entseng thapelo le kopo ho yena ka wona; ka dinako tsohle a ke a be haufi le Morena Modimo wa rona, mme a nee mohlanka wa hae le setjhaba sa hae sa Iseraele toka, kamoo ho ka hlokahalang kateng ka letsatsi ka leng; e le hore ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tle di tsebe hore Morena ke Modimo, mme ha ho e mong. Ka baka lena, le ke le tshepahale ho Morena Modimo wa rona, le tsamaye ka ditaelo tsa hae, le boloke melao ya hae jwaloka kajeno.” Bo-kgosi Solomone le setjhaba sohle sa Baiseraele, ba etsetsa Morena sehlabelo. Solomone a etsetsa Morena sehlabelo sa teboho ka dipholo tse dikete tse pedi le mashome a mabedi, le ka dikgutshwane tse dikete tse lekgolo le mashome a mabedi. Yaba kgosi le bana bohle ba Iseraele ba kgakola ntlo ena ya Morena. Ka lona letsatsi leo, kgosi ya halaletsa le bohare ba seotlwana se kapele ho ntlo ya Morena. Solomone a etsetsa nyehelo ya setjheso, le nyehelo ya dijo, le nyehelo ya mafura ya teboho hona moo, hobane aletare ya lethose, e kapele ho Morena, e ne e le nyenyane hoo e neng e ke ke ya lekana dinyehelo tsa setjheso, le dinyehelo tsa dijo, le dinyehelo tsa mafura tsa teboho. Ka yona nako eo, Solomone a etsa mokete, a ena le Baiseraele bohle, ba neng ba kgobokane ka bongata bo boholo, ho tloha Kgorong ya Hamate, ho ya fihla molatswaneng wa Egepeta. Mokete ona wa ketekelwa Morena ka matsatsi a supileng, le ka matsatsi a supileng hape, ya eba matsatsi a leshome le metso e mene kaofela. Ka letsatsi la borobedi Solomone a qhala setjhaba; yaba setjhaba se hlohonolofatsa kgosi Solomone, se ikela malapeng a sona se thabile, dipelo di nyakaletse ka baka la molemo wohle oo Morena a o etseditseng Davida, mohlanka wa hae, le setjhaba sa hae sa Iseraele. Ha Solomone a se a qetile ho haha ntlo ya Morena, le ntlo ya kgosi, le tsohle, tseo a neng a rata ho di etsa, Morena a iponahatsa ho Solomone kgetlo la bobedi, jwalokaha a ne a iponahatse ho yena ha a le Gibeone. Morena a re ho Solomone: “Ke utlwile thapelo ya hao le kopo ya hao, tseo o di entseng ho nna. Ke halaleditse ntlo ena, eo o e hahileng hore e be ya ka kamehla yohle. Ke tla e lebela, ke e boulele kamehla yohle. “Haeba le wena o ka ntshebeletsa ka botshepehi le ka ho loka jwaloka Davida, ntatao, wa etsa tsohle tseo ke o laetseng tsona, mme wa boloka ditaelo tsa ka le dikahlolo tsa ka, ke tla tiisa bokgosi ba hao naheng ya Iseraele kamehla yohle, jwalokaha ke ne ke tshepise Davida, ntatao, ka re: Bokgosi ba hao bo ke ke ba hloka mohlahlami. “Empa haeba wena, kapa bana ba hao, o ka nkwenehela, wa kgaotsa ho ntshebeletsa, mme wa se ke wa boloka melao ya ka le ditaelo tsa ka, tseo ke o laetseng tsona, yaba o sebeletsa medimo e meng, o a e kgumamela, ke tla falatsa Baiseraele naheng eo ke ba neileng yona. Ntlo ena, eo ke e halaleditseng ho tlotla lebitso la ka, ke tla e furalla, mme Baiseraele e tla ba sesomo le pale hara ditjhaba tsohle. Ntlo ena, leha e phahame hakana, e tla fetoha lesupi. Bohle ba fetang pela yona ba tla kgotsa, ba nyeketholotse, ba re: Ke ka lebaka lang Morena a entseng naha ee tjee, le ntlo ee tjee?>*** Ba tla be ba ikarabe, ba re: Ke kahobane Baiseraele ba furaletse Morena Modimo wa bona, ya ileng a ntsha bo-ntata bona naheng ya Egepeta. Jwale ba kgomaretse medimo e meng, ba a e kgumamela, ba a e sebeletsa, mme ka baka lena Morena o ba tliseditse bobe bona bohle. ” Ha ho se ho fetile dilemo tse mashome a mabedi, tseo ka tsona Solomone a neng a ntse a haha matlo ana a mabedi, e leng ntlo ya Morena, le ntlo ya kgosi, kgosi Solomone a nea Hirame, kgosi ya Tire, metse e mashome a mabedi naheng ya Galelea; hobane Hirame ke yena ya neng a thuse Solomone ka difate tsa dikedare, le ka difate tsa modutu, le ka kgauta, ho ya kamoo Solomone a neng a lakatsa kateng. Hirame a tloha Tire, a ya bona metse eo Solomone a mo neileng yona, empa ya se ke ya mo kgotsofatsa. Jwale Hirame a re: “Ngwaneso, ke metse meng ee, eo o nneileng yona?” Yaba o e bitsa Kabule, mme le kajeno-ya-bokajeno e ntse e bitswa jwalo. Hirame o ne a ile a romela kgosi Solomone kgauta e boima bo fetafetang dikilo tse dikete tse nne. Kgosi Solomone o ne a ile a sebedisa makgoba hore a hahe ntlo ya Morena, le ntlo ya hae, le Milo, le lerako la Jerusalema, le Hasore, le Megido, le Gesere. Faro, kgosi ya Egepeta, o ne a ile a nyoloha, a hapa Gesere, a e tjhesa ka mollo, a bolaya Bakanana ba neng ba ahile motseng oo; yaba o phahlela moradi wa hae, mosadi wa Solomone, ka motse oo. Solomone a tsosa marako a Gesere, a haha le Bete-Horone e tlase, le Baalate, le Tamare e lehwatateng la Juda, le metse yohle ya Solomone, e nang le disiu, le metse eo ho bolokwang dikariki tsa ntwa ho yona, le metse ya bahlabani ba palamang, le tsohle tseo Solomone a neng a lakatsa ho di etsa Jerusalema, le Lebanone, le naheng yohle eo a neng a e busa. Masalla wohle a setjhaba sa Baamore, le Bahete, le Baperise, le Bahife, le Bajebuse, ao e neng e se bana ba Iseraele, le bana ba bona ba ileng ba sala naheng eo, bao bana ba Iseraele ba ileng ba sitwa ho ba timetsa ho hang, Solomone o ile a ba fetola makgoba ho fihlela kajeno-ya-bokajeno. Empa Solomone ha a a ka a fetola bana ba Iseraele makgoba. Bona e ne e le bahlabani ba hae, le bahlanka ba hae, le mahosana a hae, le baokamedi ba mabotho a hae, le balaodi ba dikariki tsa hae tsa ntwa, le bahlabani ba palamang. Baokamedi ba neng ba okamela badisa ba makgoba a neng a etsa mesebetsi ya Solomone, ba ne ba le makgolo a mahlano le mashome a mahlano. Hoba moradi wa Faro a falle Motseng wa Davida, a ye tlung ya hae, eo Solomone a neng a mo hahetse yona, yaba Solomone o haha Milo. Hararo ka selemo Solomone o ne a ye a etse nyehelo ya setjheso, le nyehelo ya teboho, a di etsetse hodima aletare eo a neng a e hahetse Morena, mme a tjhesetse le mokubetso hodima aletare yona eo ya Morena. Yaba o qeta ho haha ntlo. Kgosi Solomone a haha le lebotho la dikepe Esione-Gebere, pela Elate, lebopong la Lewatle la Lehlaka, naheng ya Edomo. Hirame a romela bahlanka ba hae ba tsebang ho sesisa dikepe ho ya sebetsa le bahlanka ba Solomone. Ba ya naheng ya Ofire ka dikepe, ho ya lata kgauta teng. Ba tlisetsa kgosi Solomone kgauta e boima ba dikilo tse fetafetang dikete tse leshome le metso e mene. Ha mofumahadi wa Sheba a utlwa kamoo Morena a tumisitseng Solomone kateng, a mo etela, ho ya mo nonya maikutlo ka dipotso tse thata. A ya Jerusalema a ena le phiphitha ya balatedi; ho ena le dikamele tse belesitsweng dinoko, le kgauta e ngata, le mahakwe a bohlokwa. Ha a fihla ho Solomone a mmotsa dipotso tsohle tseo a neng a ena le tsona. Solomone a araba dipotso tsohle tsa hae; ha se ke ha eba le letho le thatafallang kgosi, leo e sitwang ho le hlalosa. Ha mofumahadi wa Sheba a se a bone bohlale bohle ba Solomone, a bone le ntlo eo kgosi e e hahileng, le dijo tseo a di jang, le moo matona a hae a dulang teng, le moo basebeletsi ba hae ba emang teng, le diaparo tsa bona, le baqhatsetsi ba hae, le dinyehelo tsa setjheso ka Tempeleng ya Morena, a kgathala matla. Yaba mofumahadi o re ho kgosi: “Ruri seo ke ileng ka se utlwa ha ke le naheng ya ka, malebana le diketso tsa hao, le bohlale ba hao, ke nnete! Ke ne ke sa kgolwe ho fihlela ke etla mona, ke ipontsha ka mahlo a ka, empa ruri ba mpoleletse dinyane feela: Bohlale ba hao, le katleho ya hao di feta botumo boo ke bo boleletsweng. Batho ba hao ba a ithaba; bahlanka bana ba hao, ba o sebeletsang kamehla, ba utlwang bohlale ba hao, le bona ba a ithaba. Ho bokwe Morena Modimo wa hao, ya kgahlilweng ke wena, mme a o bea hore o be kgosi ya Iseraele! Kahobane Morena o rata Baiseraele kamehla yohle, o o entse kgosi ya bona, hore o ahlole hantle, ka toka.” Yaba o nea kgosi kgauta eo boima ba yona bo fetang dikilo tse dikete tse nne, le dinoko tse ngata, le mahakwe a bohlokwa. Ha ho a ka ha hlola ho tliswa dinoko tse ngata ho feta tsena tseo mofumahadi wa Sheba a ileng a di fa kgosi Solomone. Le dikepe tsa Hirame, tse neng di ile tsa tlisa kgauta e tswang Ofire, tsa tlisa le thepa e ngata ya difate tsa alemaka, le mahakwe a bohlokwa. Ka difate tsena tsa alemaka kgosi ya etsa mehato e nyolohelang ka Tempeleng ya Morena, le ka tlung ya kgosi; ya etsa le diharepa le dikatara tsa dibini. Ha ho a ka ha hlola ho tliswa difate tsa alemaka tse kang tsena; le ho bonwa ha di eso bonwe ho fihlela kajeno-ya-bokajeno. Kgosi Solomone a fa mofumahadi wa Sheba tsohle tseo a neng a di lakatsa, le tsohle tseo a ileng a di kopa, kantle ho dimpho tseo kgosi e mo fileng tsona ka ho rata. Yaba mofumahadi wa Sheba o kgutlela naheng ya hae, a ena le bahlanka ba hae. Ka selemo se seng le se seng kgosi Solomone o ne a fumana kgauta e ka etsang boima ba dikilo tse dikete tse mashome a mabedi a metso e meraro, ntle ho eo a neng a e fumana ka lekgetho le lefiswang bahwebi, le ka dithelo tse neng di etswa ho dikgosi tsa Arabia, le babusi ba ditereke tsa Iseraele. Kgosi Solomone a etsa dithebe tse makgolo a mabedi ka kgauta e thutsweng, mme thebe e nngwe le e nngwe ya etswa ka kgauta e etsang boima ba dikilo tse supileng. A boela a etsa dithejana tse makgolo a mararo ka kgauta e thutsweng, mme thejana e nngwe le e nngwe ya etswa ka kgauta e etsang boima ba dikilo tse pedi. Yaba kgosi e di bea ka tlung e bitswang Moru wa Lebanone. Hape kgosi ya etsa terone e kgolo, e entsweng ka manaka a tlou, mme ya a maneha kgauta e hlwekisitsweng. Terone ena e ne e ena le mehato e tsheletseng, bokahodimo ba terone bo le botjhitja kamorao, ho ena le letsoho la ho itshetleha ka lehlakoreng le leng le le leng la setulo, mme pela matsoho ao ho eme ditau tse pedi. Ka lehlakoreng le leng le le leng la mohato o mong le o mong wa mehato ena e tsheletseng ho ne ho eme tau, kaofela e le ditau tse leshome le metso e mmedi. Ho ne ho eso be mmuso le o mong o kileng wa eba le terone e tjena. Dinwelo tsohle tsa kgosi Solomone di ne di entswe ka kgauta; le thepa yohle ya ntlo ya Moru wa Lebanone e ne e entswe ka kgauta e hlwekisitsweng. Ho ne ho se tse entsweng ka silefera, hobane mehleng ya Solomone silefera e ne e sa tadingwe e le letho. Lewatleng kgosi e ne e ena le dikepe tsa Tarashishe, tse neng di ena le tsa Hirame. Hanngwe kamora dilemo tse tharo, sehlopha sa dikepe tsena tsa Tarashishe se ne se ye se tle, se tlise kgauta, le silefera, le manaka a ditlou, le dikgabo, le dipikoko. Ka mokgwa ona, kgosi Solomone a feta dikgosi tsohle tsa lefatshe ka matlotlo le ka bohlale, mme batho ba lefatshe lohle ba tla ho yena, ho tla utlwa bohlale boo Modimo a mo fileng bona. Motho ka mong o ne a mo tlisetsa mpho ya hae: dintho tse entsweng ka silefera le ka kgauta, le diaparo, le dihlomo, le dinoko, le dipere, le dimmeile. Hona ho ne ho etsahala ka selemo le selemo. Solomone a bokella dikariki tsa ntwa, le bahlabani ba palamang. O ne a ena le dikariki tsa ntwa tse sekete le makgolo a mane, le bahlabani ba palamang ba dikete tse leshome le metso e mmedi. A ba bea metseng ya dikariki tsa ntwa le Jerusalema, ho kgosi. Kgosi ya etsa hore motseng wa Jerusalema silefera e be ngata jwaloka majwe, le difate tsa dikedare di be ngata jwaloka difate tsa monokotshwai tse phuleng. Bahwebi ba kgosi Solomone ba ne ba mo rekela dipere Egepeta le Kue. Kariki ya ntwa e ne e rekwa Egepta ka silefera e ka etsang boima ba dikilo tse supileng, pere yona e le kilo le halofo. Bahwebi ba ne ba di rekisetsa dikgosi tsa Bahete le dikgosi tsa Baarame. Kgosi Solomone o ne a rata basadi ba bangata ba baditjhaba. Kantle ho moradi wa Faro, o ne a nyetse basadi ba Moabe, le ba Baamone, le ba Baedomo, le ba Basidone, le ba Bahete. A ba nyala le hoja Morena a ne a itse ho bana ba Iseraele: “Le se ke la nyallana le bona, hobane ruri ba tla le kgelosetsa ho medimo ya bona.” Empa Solomone a ba rata haholo. O ne a ena le basadi ba makgolo a supileng, bao e neng e le dikgosatsana, a ena le basadi ba mafielo ba makgolo a mararo. Basadi bana ba hae ba mo kgelosa. Ha Solomone a se a tsofetse, basadi bana ba hae ba mo kgelosa hore a sebeletse medimo e meng. Pelo ya hae ya se ke ya hlola e tshepahala ka ho tlala ho Morena Modimo wa hae, jwalokaha pelo ya Davida, ntatae, yona e ne e tshepahala. Solomone a kgumamela Asetarote, modimo wa Basidone, le Milekome, e leng manyala a Baamone. Solomone a etsa bobe mahlong a Morena, a se ke a hlola a latela Morena ka ho tlala, jwalokaha Davida, ntatae, a ne a ile a latela Morena. Hodima leralla le ka botjhabela ho Jerusalema, Solomone a hahela Kemoshe, e leng manyala a Moabe, le Milekome, e leng manyala a Baamone, aletare ya mahlabelo. Le basadi ba hae, ba baditjhaba, a ba etsetsa jwalo, mme ba tjhesa mokubetso, ba nyehella medimo ya bona ka mahlabelo. Morena a halefela Solomone, hobane pelo ya hae e ne e furaletse Morena Modimo wa Iseraele, ya neng a ile a itlhahisa ho yena ka makgetlo a mabedi, mme a mo laela hore a se ke a latela medimo e meng, empa Solomone a se ke a phetha seo Morena a mo laetseng sona. Ka baka leo, Morena a re ho Solomone: “Kaha o entse hona, mme o sa boloka selekane sa ka, le ditaelo tseo ke o laetseng tsona, ruri ke tla o amoha mmuso, ke o nee mohlanka wa hao. Feela ka baka la Davida, ntatao, nke ke ka etsa ntho ena ha o ntse o phela, empa ke tla e etsa ha ho busa mora wa hao. Leha ho le jwalo, ha ke na ho amoha mora wa hao mmuso wohle. Ka baka la mohlanka wa ka Davida, le ka baka la Jerusalema eo ke ikgethetseng yona, ke tla siela mora wa hao morabe o le mong.” Morena a hlahisetsa Solomone sera se mo lwantshang, e leng Hadade wa Moedomo, wa lelapa la kgosi ya Edomo. Hoba Davida a hlole Baedomo, Joabe, molaodi wa lebotho, a nyoloha ho ya epela babolauwa. Joabe o ne a ile a bolaya banna bohle ba ahileng Edomo, mme a qeta kgwedi tse tsheletseng a le moo le Baiseraele bohle, ho fihlela a fietse banna bohle ba Edomo. Empa Hadade le Baedomo ba bang, bao e neng e le bahlanka ba ntatae, ba balehela Egepeta. Hadade e ne e sa le moshanyana. Ba tloha Midiane, mme ha ba fihla Parane, ba nka banna ba Parane ba ya le bona Egepeta, ho Faro, kgosi ya Egepeta. Kgosi ya Egepeta ya nea Hadade ntlo, ya mo fepa, ya mo abela naha. Faro o ne a rata Hadade haholo, hoo a bileng a mo nea moena wa mosadi wa hae, e leng ngwanabo mofumahadi Tahepenese. Ngwana eo wabo Tahepenese a tswalla Hadade mora ya bitswang Genubate. Ha ngwana eo a ekgwa, Tahepenese a mo hodisetsa tlung ya Faro, mme Genubate a ba lapeng la Faro, hara bana ba Faro. Yare ha Hadade a tsebiswa hore Davida o orohetse ho bo-ntatae, le hore Joabe, molaodi wa mabotho, o shwele, a re ho Faro: “Ntumelle ke tsamaye, ke kgutlele naheng ya heso.” Faro a re ho yena: “Ke eng eo o e hlokang, ha e le moo o batla ho kgutlela naheng ya heno?” Hadade a mo araba, a re: “Le letho! Feela, leha ho le jwalo, ntumelle ke tsamaye.” Modimo a boela a hlahisetsa Solomone sera se seng, e leng Resone, mora wa Eleada, ya neng a balehe monga hae Hadade-Esere, kgosi ya Soba. E ne e ile yare ha Davida a hlola Hadade-Esere, Resone a bokella banna, mme ya eba yena molaodi wa sehlopha sena. Bo-Resone ba ikela Damaseka, ba haha teng, mme Resone ya eba kgosi ya Damaseka. Resone ya eba sera sa Solomone ka nako yohle ya bophelo ba Solomone, mme a eketsa dikgathatso hodima tse bakilweng ke Hadade. Yena Resone eo, ya neng a nyonya Baiseraele, ya eba kgosi ya Arame. Jeroboame, mora wa Nebate, Moefraime wa Sereda, mohlanka wa Solomone, le yena a fetohela kgosi Solomone. Lebitso la mmae e ne e le Serua, mosadi wa mohlolohadi. Sesosa se neng se etse hore Jeroboame a fetohele kgosi ke sena: Solomone o ne a ntse a haha lerako la Milo, a thiba dikgeo lerakong la Motse wa Davida, ntatae. Jeroboame e ne e le monna ya matla. Ha Solomone a bona hore mohlankana enwa o mafolofolo, a mmea hore e be mookamedi wa makgoba wohle a sebetsang seterekeng sa morabe wa Josefa. Ka tsatsi le leng ha Jeroboame a etswa Jerusalema, a kgahlana le moporofeta Ahiya, wa Shilo. Ahiya o ne a apere seaparo se setjha, mme e le bona ba babedi feela naheng moo. Ahiya a hlobola seaparo se setjha, seo a neng a se apere, a se nka, a se tabola ditsekana tse leshome le metso e mmedi. Yaba o re ho Jeroboame: “Nka ditsekana tse leshome, hobane Morena Modimo wa Iseraele, o re: Ke tla amoha Solomone mmuso, ebe wena ke o nea merabe e leshome. Empa yena o tla sallwa ke morabe o le mong feela, ka baka la mohlanka wa ka Davida, le ka baka la Jerusalema, e leng motse oo ke ikgethetseng wona hara merabe yohle ya Iseraele. Ke kahobane Solomone o mphuraletse. O kgumametse Asetarote, modimo wa Basidone, le Kemoshe, modimo wa Bamoabe, le Milekome, modimo wa Baamone. Ha a ya tsamaya ka ditsela tsa ka, ha a ya etsa ho lokileng mahlong a ka, mme ha a ya boloka ditaelo tsa ka le dikahlolo tsa ka, jwalokaha Davida, ntatae, yena a ile a di boloka. “ Leha ho le jwalo, ha ke na ho mo amoha mmuso wohle, empa ke tla mo etsa kgosana ka matsatsi wohle a ho phela ha hae, ka baka la Davida, mohlanka wa ka, eo ke ileng ka mo kgetha, hobane a ile a boloka melao ya ka le ditaelo tsa ka. Empa ke tla amoha mora wa hae mmuso, ebe wena ke o nea merabe e leshome. Mora wa hae yena ke tla mo nea morabe o le mong, e le hore Davida, mohlanka wa ka, a nne a buse kamehla motseng wa Jerusalema, e leng motse oo ke o kgethetseng hore ke be ho wona. Ke tla o nka, mme o buse kahohle kamoo o lakatsang kateng, o be kgosi ya Iseraele. Haeba o ka mamela tsohle tseo ke o laelang tsona, wa tsamaya ka ditsela tsa ka, wa etsa ho lokileng mahlong a ka, ka ho boloka ditaelo tsa ka le melao ya ka, jwalokaha Davida, mohlanka wa ka, a ile a etsa, ke tla ba le wena. Ke tla tiisa lelapa la hao, jwalokaha ke ile ka tiisa la Davida, mme ke o nee setjhaba sa Iseraele. Ka hona ke tla hlokofatsa ditloholo tsa Davida, empa e seng kamehla yohle. ” Ka lebaka lena Solomone a batla ho bolaya Jeroboame, empa Jeroboame a balehela Egepeta, ho Shishake, kgosi ya Epepeta. A dula Egepeta ho fihlela Solomone a eshwa. Diketso tse ding tsa Solomone, le tsohle tseo a di entseng, le bohlale ba hae, di ngotswe Bukeng ya Diketso tsa Solomone. Solomone a busa Iseraele yohle, a le Jerusalema, ka dilemo tse mashome a mane. Solomone a shwa, a epelwa Motseng wa Davida, ntatae, moo ho epetsweng bo-ntatae, mme Rehoboame, mora wa hae, a mo hlahlama. Rehoboame a ya Shekeme, moo Baiseraele bohle ba neng ba ile teng, ho ya mmea hore e be kgosi. Ha Jeroboame, mora wa Nebate, ya neng a ntse a le Egepeta, a utlwa tsena, a nna a dula moo Egepeta. O ne a ile a baleha kgosi Solomone, a ya phela Egepeta. Yaba jwale Jeroboame o a latwa, mme yena le setjhaba sohle sa Baiseraele, ba fihla ho Rehoboame, ba re: “Ntatao o ne a re imeditse ka mosebetsi. Ka baka lena, ako re imolle mosebetsi ona oo ntatao a ileng a re imetsa ka wona, mme re tla o sebeletsa.” Rehoboame a re ho bona: “Ako mpheng sebaka sa matsatsi a mararo, le nto tla ho nna hape.” Yaba setjhaba se a qhalana. Jwale a eletsana le bannabaholo bao e neng e le baeletsi ba Solomone, ntatae, ha a sa phela, a re ho bona: “Le nkeletsa hore ke arabe setjhaba see jwang?” Ba re ho yena: “Haeba ho tloha kajeno o ka ba mohlanka wa setjhaba sena, wa se sebeletsa, wa bua le sona hantle ha o se araba, e tla ba bahlanka ba hao.” Rehoboame a se ke a mamela keletso ya bannabaholo, a eletsana le bahlankana bao a hotseng le bona, ba neng ba mo sebeletsa. A re ho bona: “Le nkeletsa hore setjhaba see ke se arabe jwang, se itseng ho nna: Ako re imolle mosebetsi oo ntatao a ileng a re imetsa ka wona?” Bahlankana bana bao a hotseng le bona ba mo araba, ba re: “Setjhaba sena se itseng ho wena: Ntatao o ne a re imeditse ka mosebetsi; wena ako re imolle, o tle o se arabe tjena, o re: Monwana wa ka o monyenyane o motenya ho feta letheka la ntate. Ntate o ile a le imetsa ka mosebetsi; nna ke tla le imetsa le ho feta. Ntate o ne a le shapa ka diphafa; nna ke tla le shapa ka katse. ” Ka letsatsi la boraro bo-Jeroboame le setjhaba sohle ba fihla ho Rehoboame, jwalokaha kgosi e ne e itse: “Ka letsatsi la boraro le tle le tle ho nna hape.” Kgosi Rehoboame a araba setjhaba ka ho se kgarumela; a lahla keletso eo bannabaholo ba neng ba mo eleditse ka yona. A bua le sona ho latela keletso ya bahlankana, a re: “Ntate o ne a le imeditse ka mosebetsi; nna ke tla le imetsa le ho feta. Ntate o ne a le shapa ka diphafa; nna ke tla le shapa ka katse.” Ka baka leo, kgosi ya se ke ya mamela setjhaba, hobane hona ho ne ho entswe ke Morena, e le hore polelo ya hae e tle e phethahale, eo a ileng a e bolela ka molomo wa Ahiya, wa Shilo, a e bua ho Jeroboame, mora wa Nebate. Ha setjhaba sohle sa Iseraele se bona hore kgosi ha e se mamele, sa e araba, sa re: “Re amana ka dife le Davida? Mora wa Jese hase letho ho rona! Ha re ka ke ra fumana letho ho yena! Baiseraele, motho le motho lapeng la hae! Davida, sala le morabe wa heno!” Yaba Baiseraele ba kgutlela malapeng a bona. Empa Rehoboame a busa bana ba Iseraele ba neng ba ahile metseng ya Juda. Jwale kgosi Rehoboame a roma Adorame, eo e neng e le mookamedi wa makgoba, hore a ye ho Baiseraele, empa Baiseraele bohle ba mo tlepetsa ka majwe, a ba a shwa. Ka baka lena, kgosi Rehoboame a palama kariki ya hae ya ntwa ka potlako, a balehela Jerusalema. Ho tloha mohlang oo, ho fihlela kajeno-ya-bokajeno, yaba Baiseraele ba fetohetse lelapa la Davida. Ha setjhaba sohle se utlwa hore Jeroboame o boetse o kgutlile, sa mmitsetsa pitsong, sa mmea hore e be kgosi ya Baiseraele bohle. Ha se ke ha eba le ya mong ya ileng a latela lelapa la Davida, haese ba morabe wa Juda feela. Ha Rehoboame a fihla Jerusalema, a kgobokanya banna bohle ba morabe wa Juda le ba morabe wa Benjamine; e le mokgetho wa bahlabani ba dikete tse lekgolo le mashome a robedi. Ba ne ba ilo lwantsha Baiseraele, hore ba hape mmuso, ba o kgutlisetse ho yena, e leng yena mora wa Solomone. Empa lentswe la Modimo la fihla ho Shemaya, moporofeta wa Modimo, la re: “Bolella Rehoboame, mora wa Solomone, kgosi ya Juda le bohle ba morabe wa Juda, le bohle ba morabe wa Benjamine, le setjhaba sohle, o re: Morena o bua tjena: Le se ke la nyoloha ho ya lwantsha bana babo lona, e leng bana ba Iseraele. Monna e mong le e mong a kgutlele lapeng ha hae, hobane hona ho entswe ke nna. ” yaba ba mamela lentswe la Morena, mme ba kgutlela malapeng a bona, ho latela polelo ya Morena. Jeroboame a haheletsa motse wa Shekeme, o naheng e maralla ya Efraime, mme a aha teng. A tloha moo, a ya haheletsa motse wa Penuele. Yaba Jeroboame o re ka pelo: “Mmuso o tla tloha o kgutlela tlung ya Davida. Haeba setjhaba sena se ka nna sa nyolohela Jerusalema ho ya nyehella Morena ka mahlabelo teng, ka Tempeleng ya Morena, dipelo tsa sona di tla boela di sokolohela ho monga sona, e leng Rehoboame, kgosi ya Juda. Se tla mpolaya, se kgutlele ho Rehoboame, kgosi ya Juda.” Hoba kgosi Jeroboame a ikeletse, a bopa manamane a mabedi ka kgauta, mme a re ho setjhaba: “Baiseraele, tsela ya Jerusalema le e kutlile, ho lekane! Medimo ya lona ke ena, e le ntshitseng naheng ya Egepeta!” A bea modimo o mong Bethele, o mong a o bea Dane. Ntho ena ya eba sebe, hobane setjhaba se ile sa ya Bethele le Dane ho ya rapela. Jeroboame a haha ditempele moo ho rapellwang medimo ya bohata teng, mme hara setjhaba a ikgethela bao e seng bara ba Levi, hore e be baprista. Ka letsatsi la leshome le metso e mehlano la kgwedi ya borobedi, Jeroboame a etsa mokete o tshwanang le o neng o etswa naheng ya Juda, a nyehela ka mahlabelo hodima aletare. Hona a ho etsa Bethele, a etsetsa manamane ao a a bopileng mahlabelo. Hona moo Bethele a bea baprista ba ditempele tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, tseo a neng a di hahile. Ka lona letsatsi leo la leshome le metso e mehlano la kgwedi ya borobedi, e leng kgwedi eo a neng a ikgethetse yona ka ho rata, a nyehella hodima aletare eo a e hahileng Bethele. A etsetsa bana ba Iseraele mokete; a nyehella hodima aletare, a tjhesa mokubetso. Ka taelo ya Morena, moporofeta wa Modimo, ya tswang naheng ya Juda, a fihla Bethele. A fumana Jeroboame a eme pela aletare, a ntse a tjhesa mokubetso. Ho latela taelo ya Morena, moporofeta eo a omanya aletare, a re: “Aletare towe! Aletare towe! Morena o bua tjena: Bona, ho tla tswalwa ngwana tlung ya Davida, mme lebitso la hae e tla ba Josiya. O tla etsetsa Morena mahlabelo ka baprista ba ditempele tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, ba tjhesetsang mokubetso hodima hao. Masapo a batho o tla a tjhesetsa hodima hao. ” Ka lona letsatsi leo a ba nea pontsho, a re: “Pontsho ya hore Morena o buile jwalo ke ena: Aletare ena e tla peperana, mme molora o hodima yona o qhalane.” Yare ha kgosi Jeroboame a utlwa dipolelo tsa moporofeta wa Modimo, tseo a omanyang aletare ka tsona, a mo supa ka monwana, yena Jeroboame a ntse a le aletareng, a re: “Mo tshwareng!” Letsoho leo la hae, leo a neng a supile moporofeta ka lona, la satalla hoo a ileng a sitwa ho le kgutlisa. Aletare le yona ya peperana, mme molora o hodima yona wa qhalana, ho latela pontsho eo moporofeta wa Modimo a ileng a e bolela, ka taelo ya Morena. Kgosi ya re ho moporofeta wa Modimo: “Ako rapele Morena Modimo wa hao, o nthapelle hore letsoho la ka le fole.” Moporofeta enwa wa Modimo a rapela Morena, mme letsoho la kgosi la fola, la eba jwaloka pele. Jwale kgosi ya re ho moporofeta wa Modimo: “A re ye le wena ha ka, o yo ja, mme ke tla o putsa.” Moporofeta wa Modimo a re ho kgosi: “Leha o ne o ka nnea halofo ya leruo la hao, ke ne nke ke ka ya. Nke ke ka ja dijo, kapa ka nwa metsi sebakeng sena. Morena o ntaetse jwalo, a re: O se ke wa ja dijo, kapa wa nwa metsi, kapa wa kgutla ka tsela eo o tlileng ka yona. ” Ka baka leo, moporofeta a nka tsela esele, a se ke a kgutla ka eo a tlileng Bethele ka yona. Ho ne ho ena le moporofeta wa leqheku, ya neng a ahile Bethele. Bara ba hae ba fihla ba mmolella mesebetsi yohle eo moporofeta wa Modimo a e entseng moo Bethele ka letsatsi leo. Ba mmolella le dipuo tseo a ileng a di bua ho kgosi. Yaba ntata bona o re ho bona: “Moporofeta eo o ile a nka tsela efe?” Bara ba hae ba ne ba ile ba bona hore na moporofeta eo ya tswang Juda o nkile tsela efe. Yaba o re ho bara ba hae: “Nqhaneheleng tonki!” Ba mo qhanehela tonki, mme a e palama. A sala moporofeta eo wa Modimo morao, a mo fumana a dutse tlasa sefate sa eike, mme a re ho yena: “Na ke wena moporofeta wa Modimo ya tswang Juda?” Yena a re: “E, ke nna.” Moporofeta wa leqheku a re ho yena: “A re ye le wena ha ka, re yo fumana dijo.” Empa moporofeta wa Modimo a re: “Nke ke ka kgutla le wena, kapa ka ya ha hao; hape nke ke ka ja dijo, kapa ka nwa metsi le wena, sebakeng sena. Morena o ile a re ho nna: O se ke wa ja dijo, kapa wa nwa metsi sebakeng seo; le ho kgutla o se ke wa kgutla ka tsela eo o ileng wa ya ka yona. ” Moporofeta wa leqheku a re ho yena: “Le nna ke moporofeta jwaloka wena. Ka taelo ya Morena, lengeloi le ile la re ho nna: Kgutlela le yena tlung ya hao, a tle a fumane dijo, a nwe metsi. ” Empa moporofeta wa leqheku o ne a le leshano. Yaba moporofeta eo wa Modimo o kgutla le moporofeta wa leqheku. Ha a fihla lapeng a ja, a nwa le metsi. Ha ba ntse ba eja, lentswe la Morena la fihlela moporofeta enwa wa leqheku ya ileng a kgutlisa moporofeta wa Modimo. Moporofeta wa leqheku a re ho moporofeta wa Modimo ya tswang Juda: “Morena o bua tjena: O tlotse taelo ya Morena, ha o a boloka molao oo Morena Modimo wa hao, a o laetseng wona. O ile wa kgutla, mme o jele dijo, wa ba wa nwa le metsi sebakeng seo ke ileng ka re ho wena ka sona: O se ke wa ja dijo, kapa wa nwa metsi. Ka baka lena, setopo sa hao se ke ke sa epelwa mabitleng a bontatao. ” Kamora hoba a je dijo, a nwe metsi, moporofeta wa leqheku a qhanehela moporofeta eo a ileng a mo kgutlisa tseleng, tonki. Ha moporofeta eo a ntse a tsamaya, a kopana le tau tseleng, mme ya mmolaya. Setopo sa hae sa rapalla kahara tsela, tonki ya ema pela sona, le tau ya ema pela sona. Batho ha ba feta ba bona setopo se rapaletse kahara tsela, tau e eme pela sona. Ba fihla motseng oo moporofeta wa leqheku a ahileng ho wona, mme ba pheta taba eo. Ha moporofeta wa leqheku, ya ileng a kgutlisa moporofeta wa Modimo tseleng, a utlwa hona, a re: “Motho eno ke moporofeta wa Modimo, ya ileng a tlola taelo ya Modimo; ka baka leo, Morena o mo neetse tau e ileng ya mo harola, ya mmolaya, ho latela puo eo Morena a ileng a e bua ho yena.” Yaba o re ho bara ba hae: “Nqhaneheleng tonki!” Ba mo qhanehela yona. A tsamaya, a fumana setopo sa moporofeta wa Modimo se rapaletse kahara tsela, tonki le tau di ntse di eme pela sona. Tau e ne e sa ka ya ja setopo, kapa ya harola tonki. Yaba moporofeta wa leqheku o nka setopo sa moporofeta wa Modimo, o se belesa hodima tonki, o kgutlela le sona motseng, ho tla llela moporofeta eo wa Modimo, le ho mo epela. Setopo sena a se epela ka lebitleng la hae, mme ba llela moporofeta, ba re: “Jo! ngwaneso wee!” Kamora hoba a se epele, a re ho bara ba hae: “Ha ke se ke shwele, le tle le nkepele ka lebitleng leo moporofeta wa Modimo a epetsweng ka ho lona; masapo a ka le a bee pela masapo a hae. Mantswe ao, ka taelo ya Morena, moporofeta wa Modimo, a ileng a omanya aletare e Bethele ka wona, le ditempele tsohle tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, metseng ya Samaria, ruri a tla phethahala.” Esitana leha hona ho se ho etsahetse, Jeroboame a nna a tswela pele mekgweng ya hae e kgopo. Batho ba eisehang hara setjhaba a nna a ba etsa baprista ba ditempele tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona. Mang kapa mang ya ratang, a mo etsa e mong wa baprista ba ditempele tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona. Ntho ena ya eba sebe sa lelapa la Jeroboame, se ileng sa le fedisa, mme sa le timetsa lefatsheng. Ka yona nako eo Abia, mora wa Jeroboame, a kula. Yaba Jeroboame o re ho mosadi wa hae: “Ke a o rapela: Ako tsamaye o ikgakantse, ho se ke ha tsejwa hore o mosadi wa ka, o ye Shilo. Moporofeta Ahiya o teng hona moo, e leng yena ya neng a mpolelle hore ke tla ba kgosi ya setjhaba sena. O nke dinkgwa tse leshome, le mangangajane a morara, le lekuka le tshetseng mahe a dinotshi, o ye ho yena. O tla o bolella se tla hlahela ngwana.” Mosadi wa Jeroboame a fela a etsa jwalo, a tsamaya, a ya Shilo, a fihla tlung ya Ahiya. Ahiya o ne a se a foufetse ka baka la boqheku. Morena a re ho Ahiya: “Hela, mosadi wa Jeroboame o a tla. Mora wa hae o a kula, mme o tlilo disetsa. O tle o bue tjena le tjena ho yena, hobane o tla fihla ho wena a ikgakantse, eka ke mosadi e mong.” Ha fela ha eba jwalo. Ha Ahiya a utlwa diqi tsa mosadi ha a atamela monyako, yaba o re: “Kena, wena mohatsa Jeroboame! Ke ka baka lang ha o ikgakantse tjee, hore e ke o mosadi e mong? Ke na le ditaba tse bohloko, tseo ke tshwanetseng ho o tsebisa tsona. Tsamaya, o yo bolella Jeroboame, o re: Morena Modimo wa Iseraele, o re: Ke o phahamisitse hara setjhaba, mme ka o etsa kgosi ya setjhaba sa ka sa Iseraele. Ka amoha lelapa la Davida mmuso, ka o nea wona, empa ha wa ka wa tshwana le Davida, mohlanka wa ka, ya ileng a boloka melao ya ka, a ntatela ka pelo ya hae yohle, mme a etsa feela se lokileng mahlong a ka. O entse bokgopo ho feta batho bohle ba bileng teng pele ho wena. O iketseditse medimo e meng ya ditshwantsho tse bopilweng, hore o nkgalefise, mme jwale o mphuraletse. “ Ka baka leo, ntlo ya Jeroboame ke tla e dihela koduwa. Ke tla bolaya bohle ba batona ba lelapa la Jeroboame; e ka ba makgoba kapa ba lokolohileng. Ke tla timetsa masalla a lelapa la Jeroboame, jwalokaha motho a besa kgapane, e ba e re lore! E mong le e mong wa ba lelapa la Jeroboame ya shwelang motseng, o tla jewa ke dintja, mme e mong le e mong ya shwelang naheng, o tla jewa ke dinonyana tse fofang, hobane ho buile Morena. “Tsamaya he, o boele ha hao! Etlare ha o kena motseng ngwana eo a shwe. Baiseraele bohle ba tla mo llela, ba mo epele. Ke yena feela wa lelapa la Jeroboame ya tla epelwa, hobane ke yena feela wa lelapa la Jeroboame eo Morena a fumanang ho hong ho lokileng ho yena. “Ho feta mona, Morena o tla ikgethela kgosi e tla busa Baiseraele, e tla timetsa lelapa la Jeroboame hona mohlang oo. E seng kajeno; hona jwale! Morena o tla tsukutla Baiseraele jwaloka lehlaka ha le tsukutlwa ke metsi. Morena o tla phahla bana ba Iseraele naheng ena e ntle, eo a e neileng bo-ntata bona, a ba qhalanyetse naheng e kamose ho Noka; hobane ba ile ba iketsetsa ditshwantsho tsa Ashera, mme ba halefisa Morena. Morena o tla lahla bana ba Iseraele ka baka la dibe tseo Jeroboame a di entseng, le tseo a entseng hore bana ba Iseraele ba di etse.” Yaba mosadi wa Jeroboame o a ema, o a tsamaya, o fihla Tiresa. Ha a qala a fihla mathuleng a ntlo, ke ha ngwana a eshwa. Baiseraele bohle ba mo epela, ba mo llela jwalokaha Morena a ne a boletse ka molomo wa mohlanka wa hae, moporofeta Ahiya. Ditaba tse ding tsa Jeroboame, tsa kamoo a ileng a hlabana kateng, le kamoo a ileng a busa kateng, di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Iseraele. Jeroboame o ile a busa ka dilemo tse mashome a mabedi a metso e mmedi, a nto shwa. Nadabe, mora wa hae, a mo hlahlama. Rehoboame, mora wa Solomone, a busa Juda. O ne a ena le dilemo tse mashome a mane a motso o mong ha a qala ho busa. O ile a busa ka dilemo tse leshome le metso e supileng a le Jerusalema, e leng motse oo Morena a neng a ikgethele wona hara merabe yohle ya Iseraele, hore o tla ba teng ho wona. Lebitso la mmae e ne e le Naama wa Moamone. Ba morabe wa Juda ba sitelwa Morena. Ba halefisa Morena ka dibe tseo ba ileng ba di etsa, e leng tse fetang tsohle tseo bo-ntata bona ba ileng ba di etsa. Hodima maralla wohle a phahameng, le katlasa difate tsohle tse talana, ba ikgahela dibaka tsa borapedi, ba iketsetsa difika tseo ba di kgumamelang, le ditshwantsho tsa Ashera. Naheng eo yohle ho ne ho ena le banna ba neng ba kgethetswe ho etsetsa bohlola ka dibakeng tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona. Ba etsa manyala wohle a neng a etswa ke ditjhaba tseo Morena a ileng a di leleka kapele ho bana ba Iseraele. Ka selemo sa bohlano sa puso ya kgosi Rehoboame, Shishake, kgosi ya Egepeta, a futuhela Jerusalema. A hapa matlotlo a Tempele ya Morena, le matlotlo a ntlo ya kgosi. A hapa tsohle, a hapa le dithebe tsa kgauta tse neng di entswe ke Solomone. Sebakeng sa tsona kgosi Rehoboame a etsa dithebe tsa lethose, mme a di bea taolong ya balaodi ba balebedi ba neng ba lebela manyako wa ntlo ya kgosi. Kamehla ha kgosi e ne e kena ka Tempeleng ya Morena, balebedi ba ne ba ye ba di nke, ba be ba di kgutlisetse tlung ya balebedi. Diketso tse ding tsa Rehoboame, le tsohle tseo a ileng a di etsa di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Juda. Ntwa ya nna ya lwana pakeng tsa Rehoboame le Jeroboame ka matsatsi wohle a ho phela ha bona. Rehoboame a shwa, mme a epelwa le bo-ntatae Motseng wa Davida. Lebitso la mmae e ne e le Naama wa Moamone. Abiya, mora wa hae, a mo hlahlama. Ka selemo sa leshome le metso e robedi sa puso ya kgosi Jeroboame, mora wa Nebate, Abiya a qala ho busa ba morabe wa Juda. O ile a busa ka dilemo tse tharo Jerusalema. Lebitso la mmae e ne e le Maaka, moradi wa Abishalome. Abiya a etsa dibe tsohle tseo ntatae a ileng a di etsa. A se ke a tshepahala ho Morena Modimo wa hae, jwalokaha ntataemoholo Davida, yena a ne a tshepahala. Leha ho le jwalo, ka baka la Davida, Morena Modimo wa hae, o ile a mo sitsa ka mora ya tla mo hlahlama, hore Jerusalema e nne e tiye; kahobane ka matsatsi wohle a bophelo ba hae Davida o ile a etsa ho lokileng mahlong a Morena, a se ke a kgeloha letho la ditaelo tseo Morena a mo laetseng tsona, haese feela tabeng ya Uriya wa Mohete. Ntwa ya nna ya lwana pakeng tsa Rehoboame le Jeroboame ka matsatsi wohle a ho phela ha bona. Diketso tse ding tsa Abiya, le tsohle tseo a ileng a di etsa, di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Juda. Ntwa ya nna ya lwana pakeng tsa Abiya le Jeroboame. Abiya a shwa, mme a epelwa Motseng wa Davida. Asa, mora wa hae, a mo hlahlama. Ka selemo sa mashome a mabedi sa puso ya Jeroboame, kgosi ya Iseraele, Asa a qala ho busa ba morabe wa Juda. A busa a le Jerusalema ka dilemo tse mashome a mane a motso o mong. Lebitso la nkgonwae e ne e le Maaka, setloholo sa Abishalome. Asa a etsa ho lokileng mahlong a Morena, jwaloka Davida, ntataemoholo. Naheng ya hae yohle a leleka banna bohle ba kgethetsweng ho etsetsa bohlola ka dibakeng tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, a fedisa medingwana yohle ya bohata, e neng e entswe ke bo-ntatae. A tlosa le nkgonwae Maaka setulong sa bofumahadi, hobane o ne a entse setshwantsho se nyonyehang sa Ashera. Asa a pshatla modimo oo wa bohata, a o tjhesetsa ka molatswaneng wa Kiderone. Empa dibaka tsa borapedi tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, a se ke a di fedisa. Leha ho le jwalo, bophelong bohle ba hae Asa o ne a tshepahala ho Morena. Ka Tempeleng ya Morena a tlisa tsohle tseo yena le ntatae, ba neng ba di abetse Morena. E ne e le silefera, le kgauta, le dintho tse ding. Ntwa ya nna ya lwana pakeng tsa Asa le Basha, kgosi ya Iseraele, ka matsatsi wohle a ho phela ha bona. Basha, kgosi ya Iseraele, a futuhela naha ya Juda, mme a haheletsa motse wa Rama, hore a thibele bohle ba yang kapa ba tswang ho Asa, kgosi ya Juda. Asa a nka silefera yohle le kgauta yohle e neng e bolokilwe ka letloleng la Tempele ya Morena, le ka letloleng la ntlo ya kgosi. Tsena a di romela ka bahlanka ba hae ho Bene-Hadade, mora wa Taberimone, setloholo sa Heseone, kgosi ya Arame e neng e ahile Damaseka. A re ho Bene-Hadade: “Rona le wena re na le selekane, jwalokaha bo-ntata rona ba ne ba ena le sona. Jwale ke o rometse mpho ya silefera le kgauta; tsamaya he, o yo senya selekane sa lona le Basha, kgosi ya Iseraele, hore a tle a ntlhokomolohe.” Bene-Hadade a ananela mantswe ao a kgosi Asa, a romela balaodi ba mabotho a hae ho futuhela metse ya Iseraele; a ripitla motse wa Ione, le wa Dane, le wa Abele-Bete-Maaka, le naha yohle ya Kinerete, le Nafthali yohle. Eitse ha Basha a utlwela taba ena, a kgaotsa ho haheletsa motse wa Rama, a ya aha Tiresa. Kgosi Asa a etsa kgoweletso e akaretsang bohle ba naheng ya Juda, hore ba thothe majwe le dithupa tseo Basha a neng a haheleditse Rama ka tsona; yaba ka tsona o haheletsa Geba e Benjamine, le Misepa. Ditaba tse ding tsa Asa, le bohlabani ba hae, le tsohle tseo a ileng a di etsa, le metse eo a e hahileng, tsena di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Juda. Leha ho le jwalo, botsofading ba hae o ile a holofala maoto. Asa a shwa, mme a epelwa le bo-ntatae Motseng wa Davida. Jehoshafate, mora wa hae, a mo hlahlama. Ka selemo sa bobedi Asa e le kgosi ya Juda, Nadabe, mora wa Jeroboame, a qala ho busa setjhaba sa Iseraele, mme a se busa ka dilemo tse pedi. A etsa bobe mahlong a Morena, a tsamaya mehlaleng ya ntatae, a etsa sebe se kang sa ntatae, seo ka sona a neng a etse hore Baiseraele ba sitelwe Morena. Empa Basha, mora wa Ahiya, wa ntlo ya Isakare, a mo rera, mme a mmolaela motseng wa Bafilesita o bitswang Gibetone, ha bo-Nadabe le Baiseraele bohle ba ne ba etseditse motse oo thibella. Basha a bolaya Nadabe ka selemo sa boraro sa puso ya Asa, kgosi ya Juda, mme Basha a busa sebakeng sa hae. Hoba Basha a nke puso, a bolaya bohle ba lelapa la Jeroboame; a se ke a siya le ya mong wa lelapa leo la Jeroboame a ntse a phela, ho fihlela lelapa leo le timella ruri. Ha phethehala polelo ya Morena, eo a neng a e bolele ka mohlanka wa hae Ahiya wa Shilo. Polao ena e ile ya bakwa ke dibe tseo Jeroboame a ileng a di etsa, a ba a dihela Baiseraele ho tsona; kahoo a phephetsa Morena Modimo wa Iseraele, mme Morena a ba a mo halefela. Ditaba tse ding tsa Nadabe, le tsohle tseo e ileng a di etsa, di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Iseraele. Ntwa ya nna ya lwana pakeng tsa Asa le Basha, kgosi ya Iseraele, ka matsatsi wohle a ho phela ha bona. Ka selemo sa boraro Asa e le kgosi ya Juda, Basha, mora wa Ahiya, a qala ho busa Baiseraele bohle, a le Tiresa, mme a busa ka dilemo tse mashome a mabedi a metso e mene. A etsa bobe mahlong a Morena, a tsamaya mehlaleng ya Jeroboame, a etsa sebe se kang sa Jeroboame, seo ka sona a neng a etse hore Baiseraele ba sitelwe Morena. Lentswe la Morena le nyatsang Basha la fihla ho Jehu, mora wa Hanani, la re: “Ho tloha haesale ke o ntsha leroleng, ke o etsa kgosi ya setjhaba sa ka sa Iseraele, o nnile wa tsamaya mehlaleng ya Jeroboame. O entse hore setjhaba sa ka sa Iseraele se ntshitelwe, mme se mphephetse hore ke se halefele ka baka la dibe tsa sona. Ka baka lena ke tla timetsa Basha le ba lelapa la hae; lelapa leo ke le etse seo ke neng ke se etse lelapa la Jeroboame, mora wa Nebate. E mong le e mong wa lelapa la Basha ya shwelang motseng, o tla jewa ke dintja, mme ya shwelang naheng o tla jewa ke dinonyana tse fofang.” Ditaba tse ding tsa Basha, le tseo a ileng a di etsa, le bohlabani ba hae, di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Iseraele. Basha a shwa, mme a epelwa Tiresa. Ela, mora wa hae, a mo hlahlama. Lentswe la Morena la fihla ho moporofeta Jehu, mora wa Hanani, le nyatsa Basha le ba lelapa la hae, ka baka la bobe bohle boo a ileng a bo etsa moo Morena a ntseng a bona. Ka mesebetsi ya hae a phephetsa Morena hore a mo halefele, e se feela hobane a ile a etsisa lelapa la Jeroboame, empa le kahobane a ile a le timetsa. Ka selemo sa mashome a mabedi a metso e tsheletseng Asa e le kgosi ya naha ya Juda, Ela, mora wa Basha, a qala ho busa naha ya Iseraele, a le Tiresa. A busa ka dilemo tse pedi. Empa mohlanka wa hae Simeri, eo e neng e le molaodi wa halofo ya bahlabani ba palamang dikariki tsa ntwa, a rera ho mmolaya. Kgosi Ela o ne a le Tiresa, ka tlung ya Aresa, mookamedi wa lelapa la Ela le motseng wa Tiresa, a ntse a enwa, a tahwa. Simeri a kena ka tlung eo, a hlaba Ela, a mmolaya, e le ka selemo sa mashome a mabedi a metso e supileng Asa e le kgosi ya naha ya Juda. Simeri a hlahlama Ela. Hanghang ha Simeri a qala ho dula teroneng ya hae, a busa, a bolaya bohle ba lelapa la Basha, a se ke a siya le ya mong wa ba batona, esitana le bang ka yena, kapa bao e leng metswalle ya hae. Ka mokgwa ona Simeri a timetsa bohle ba lelapa la Basha, ha phethahala polelo ya Morena, eo a neng a e bue ka molomo wa moporofeta Jehu, a nyatsa Basha, ka baka la dibe tsohle tsa Basha, le dibe tsohle tsa Ela, mora wa hae, tseo ba ileng ba sitelwa Morena ka tsona, ba etsa hore le Baiseraele ba sitwe, ba phephetse Morena Modimo wa Iseraele, ba mo halefise ka medimo ya bona ya bohata. Ditaba tse ding tsa Ela, le tsohle tseo a ileng a di etsa, di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Iseraele. Ka selemo sa mashome a mabedi a metso e supileng Asa e le kgosi ya naha ya Juda, Simeri a busa ka matsatsi a supileng, a le Tiresa. Bahlabani ba ne ba etseditse motse wa Gibetone, o naheng ya Bafilesita, thibella. Bahlabani bao ba utlwa ho thwe: “Simeri o ile a rera kgosi, mme o e bolaile.” Ka lona letsatsi leo, hona moo diahelong, bahlabani bohle ba bea Omeri, molaodi wa lebotho la bona, hore e be yena kgosi ya naha ya Iseraele. Yaba Omeri o tloha Gibetone, o nyolohela Tiresa a ena le Baiseraele bohle, mme ba etsetsa Tiresa thibella. Eitse ha Simeri a bona hore motse o se o hapilwe, a kena qhobosheaneng e kahare ho ntlo ya kgosi, a itjheseletsa kahara yona, a shwa. E ne e le ka baka la dibe tseo a ileng a di etsa, ka ho etsa bobe mahlong a Morena, ka ho tsamaya mehlaleng ya Jeroboame, le ka ho etsa sebe se kang sa hae, se neng se etse hore Baiseraele ba sitelwe Morena. Ditaba tse ding tsa Simeri, le bohlabaphiyo boo a neng a bo etse, di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Iseraele. Jwale setjhaba sa Iseraele sa aroha dihlopha tse pedi. Sehlopha se seng sa latela Tibeni, mora wa Ginate, sa re se mo etsa kgosi, mme se seng sona sa latela Omeri. Empa setjhaba se ileng sa latela Omeri sa hlola se neng se latetse Tibeni, mora wa Ginate; kahoo Tibeni a shwa, mme Omeri ya eba kgosi. Ka selemo sa mashome a mararo a motso o mong Asa e le kgosi ya naha ya Juda, Omeri a qala ho busa naha ya Iseraele. A busa ka dilemo tse leshome le metso e mmedi; tse tsheletseng tsa tsona a di qeta a le Tiresa. Omeri a reka leralla la Samaria ho Shemere ka silefera e ka etsang boima ba dikilo tse mashome a supileng. A haha motse hodima leralla leo, a o reella Shemere, eo e neng e le monga leralla leo, a re ke Samaria. Empa Omeri a etsa bobe mahlong a Morena. A etsa tse mpe ho feta bohle ba bileng teng pele ho yena. A tsamaya mehlaleng yohle ya Jeroboame, mora wa Nebate, a etsa le sebe se kang sa hae, se neng se etse hore Baiseraele ba sitelwe Morena, ba phephetse Morena Modimo wa Iseraele, hore a ba halefele ka baka la medimo ya bona ya bohata. Ditaba tse ding tsa Omeri, le tsa bohlabani ba hae, di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Iseraele. Omeri a shwa, mme a epelwa Samaria. Akabe, mora wa hae, a mo hlahlama. Ka selemo sa mashome a mararo a metso e robedi Asa e le kgosi ya naha ya Juda, Akabe, mora wa Omeri, a qala ho busa naha ya Iseraele. Akabe, mora wa Omeri, a busa naha eo ka dilemo tse mashome a mabedi a metso e mmedi a le Samaria. Empa a etsa tse mpe mahlong a Morena, ho feta bohle ba bileng teng pele ho yena. A fumana eka ke ntho e fokolang ho etsa dibe tse kang tsa Jeroboame, mora wa Nebate, hoo a bileng a nyala Jesabele, moradi wa Etebaale, kgosi ya Basidone, mme a ya sebeletsa Baale, a mo kgumamela. A hahela Baale tempele Samaria, mme kahara yona a mo hahela aletare. Akabe a etsa le setshwantsho sa Ashera, a phephetsa Morena Modimo wa Iseraele, hoo a ileng a mo halefela ho feta dikgosi tsohle tse bileng teng pele ho yena. Mehleng eo ya Akabe, Hiele wa Bethele o ile a tsosa motse wa Jeriko. Ha a rala metheo ya marako a motse, a shwelwa ke Abirame, mora wa hae wa matsibolo; ha a haha menyako a shwelwa ke Segube, mora wa hae wa lethopo, mme ha phethahala polelo ya Morena, eo a neng a e bolele ka molomo wa Joshua, mora wa Nune. Elia, ya neng a ahile Tishebe e Gileade, a re ho Akabe: “Ka Morena Modimo wa Iseraele ya phelang, eo ke mo sebeletsang, ho ke ke ha lala phoka, kapa ha na pula ka dilemo tsena, haese ka taelo ya ka.” Lentswe la Morena la fihla ho Elia, la re: “Tsamaya, o lebe nqa botjhabela, o yo ipata pela molatswana wa Kerite, o ka botjhabela ho Jorodane. O tla nwa metsi a molatswana oo, mme ke se ke laetse makgwaba hore a o fepe.” Elia a tsamaya, a etsa jwalokaha Morena a mo laetse, a ya dula pela molatswana wa Kerite, o ka botjhabela ho Jorodane. Hoseng le mantsiboya makgwaba a ne a ye a mo tlisetse bohobe le nama, mme Elia o ne a enwa metsi a molatswana oo. Kamora nakwana molatswana oo wa epsha, hobane pula e ne e sa ne. Lentswe la Morena la fihla ho Elia, la re: “Tsamaya, o ye Sarepeta e Sidone, o yo dula teng. Ke se ke laetse mosadi e mong wa mohlolohadi hona moo, hore a o fepe.” Yaba Elia o a tsamaya, o ya Sarepeta. Eitse ha a fihla kgorong ya motse oo, a fumana mosadi wa mohlolohadi a ntse a rwalla patsi. Elia a howeletsa, a re: “Ke a o kopa: Ako ntlele le metsinyana ka mohope, ke tlo nwa.” Yare ha mosadi a re o a ya, Elia a boela a mo howeletsa, a re: “Ke a o kopa: Ako ntlisetse le thathana ya bohobe.” Mosadi eo a re: “Ka Morena Modimo wa hao ya phelang, ha ke na leha e le thathana feela. Phofshwana eo ke nang le yona ka lefiswaneng ke e ka tlalang seatla; le ole ha e sa le kae ka lekukeng. Ke thonaka ditjhatjhana tse seng kae, hore ke yo pheha, nna le moshanyana wa ka re tle re je, re ntano itjhwella.” Yaba Elia o re ho mosadi eo: “O se ke wa tshaba; tsamaya o yo etsa kamoo o boletseng kateng, empa pele ho tsohle, nketsetse moqathane, o o tlise kwano, ebe jwale o etsetsa wena le moshanyana wa hao. Morena Modimo wa Iseraele, o re: Phofo e ka lefiswaneng, le ole e ka lekukeng, di ke ke tsa fela, ho fihlela mohla Morena a nesang pula lefatsheng. ” Mosadi eo a tsamaya, a etsa kamoo Elia a mo laetseng kateng. Mosadi eo, le moshanyana wa hae, le Elia, ba nna ba eba le dijo hoyahoile. Phofo e ka lefiswaneng, le ole e ka lekukeng, tsa fela tsa se ke tsa fela, jwalokaha Morena a ne a boletse ka molomo wa Elia. Kamorao ho tsena, mosadi eo wa mohlolohadi, e leng monga lelapa, a kulelwa ke moshanyana eo wa hae, hoo moshanyana eo a bileng a shwa. Mosadi eo a re ho Elia: “Ekaba o ntsekisang, motho wa Modimo? Na o tletse hore sebe sa ka se hopolwe, mme moshanyana wa ka a shwe?” Elia a re ho yena: “Mo tlise kwano!” Elia a nka setopo sefubeng sa mosadi, a se isa ka kamoreng e kahodimo, moo yena Elia a neng a dula teng, a fihla a se bea hodima bethe ya hae. Elia a ipiletsa ho Morena, a re: “Morena Modimo wa ka, na u fela o otlile le mohlolohadi eo ya nthotseng, ka ho bolaya moshanyana wa hae?” A paqama hodima setopo ka makgetlo a mararo, a ipiletsa ho Morena, a re: “Morena Modimo wa ka, ke a o rapela! Moya wa ngwana enwa a o ke o kgutlele ka ho yena hape.” Morena a mamela thapelo ya Elia, moya wa ngwana wa kgutlela ka ho yena, mme a phela. Yaba Elia o nka ngwana, o mo theolela ka kamoreng e katlase, o mo nea mmae. Elia a re: “Bona, mora wa hao o a phela!” Mosadi a re ho Elia: “Ka ketso ena, ke a tseba jwale hore o moporofeta wa Modimo, le hore seo Modimo a se bolelang ka molomo wa hae ke nnete.” Kamora ditshiu tse ngata, ka selemo sa boraro, lentswe la Morena la fihla ho Elia, la re: “Tsamaya o yo itlhahisa kapele ho Akabe, mme ke tla nesetsa lefatshe pula.” Yaba Elia o ya itlhahisa kapele ho Akabe. A fumana Samaria tlala e le ya bojadikata. Yaba Akabe o bitsa Obadiya, eo e neng e le mookamedi wa lelapa la Akabe, mme a hlompha Morena haholo. Mohla Jesabele a neng a bolaya baporofeta ba Morena, Obadiya o ne a nke baporofeta ba lekgolo, a pata ba mashome a mahlano ka lehaheng le leng, le ba mashome a mahlano ka ho le leng, a ba fepa, a ba fa metsi. Yaba Akabe o re ho Obadiya: “Tsamaya le naha, o hlahlobe didiba tsohle le melatswana yohle; mohlomong re ka fumanela dipere le dimmeile jwangnyana, di tle di phele, re se shwelwe ke diphoofolo tsohle.” Kahoo ba arolelana naha hore ba tle ba e hlahlobe; Akabe a nka tsela ya hae, mme Obadiya le yena a nka ya hae. Ha Obadiya a ntse a tsamaya, a kopana le Elia. Obadiya a mo tseba, yaba o obama kapele ho yena, o re: “Na ke wena Elia, monga ka?” A mo araba, a re: “Ke nna. Tsamaya o yo bolella monga hao, hore Elia o teng mona.” Yaba Obadiya o re: “Ke o sitetswe kang, ha e le moo o batla ho neelana ka nna matsohong a Akabe, hore a mpolaye? Ka Modimo ya phelang, ha ho setjhaba kapa mmuso oo monga ka a sa kang a ya o batla ho wona; ere ha ba re: Ha a yo, ebe o hlapantsha mmuso oo kapa setjhaba seo, hore ruri o fela o le siyo. Jwale wena o re: Tsamaya o yo bolella monga hao hore Elia o teng. Etlare hanghang ha ke kgaohana le wena, moya wa Morena o o nkele moo ke sa tsebeng, mme ha ke fihla ke bolella Akabe hore o teng, feela a sa o fumane, ebe o a mpolaya, le hoja nna, mohlanka wa hao, ke hlomphile Morena ho tloha botjheng ba ka. Monga ka, na ha o eso utlwe seo ke neng ke se etse ha Jesabele a ne a bolaya baporofeta ba Morena? Ke ne ke pate baporofeta ba Morena ba lekgolo: ba mashome a mahlano ka lehaheng le leng, le ba mashome a mahlano ka ho le leng, mme ka ba fepa, ka ba fa metsi. Empa jwale o re: Tsamaya o yo bolella monga hao hore Elia o teng, a tle a mpolaye!” Yaba Elia o re: “Ka Morena ya phelang, molaodi wa tsohle eo ke mo sebeletsang, ke a o tiisetsa, ke tla ikisa ho yena kajeno.” Kahoo Obadiya a ya ho Akabe, a mmolella. Yaba Akabe o ya kgahlanyetsa Elia. Ha Akabe a bona Elia a re ho yena: “Kajeno re kopane, mohlorisi towe wa Iseraele!” Elia a mo araba, a re: “Ha ke eso hlorise Iseraele, empa ke wena le ba lelapa leno ba hlorisang Iseraele, hobane le furaletse melao ya Morena, mme wena o sebeletsa bo-Baale. Kahoo, mane thabeng ya Karamele, mmemele pitso ya Baiseraele bohle, le baporofeta ba Baale ba makgolo a mane le mashome a mahlano, le baporofeta ba Ashera ba makgolo a mane, ba feptjwang ke Jesabele.” Yaba Akabe o mema bana bohle ba Iseraele, o bokella le baporofeta ba Baale thabeng ya Karamele. Elia a fihla ho setjhaba sohle, a re ho sona: “Le tla ba bo-temepedi ho fihlela neng? Haeba Morena ke yena Modimo, mo sebeletseng; le teng haeba Baale ke yena Modimo, sebeletsang yena.” Empa setjhaba sa kgutsa tu! Yaba Elia o re ho setjhaba: “Ke nna ke le mong feela ya setseng wa baporofeta ba Morena, athe baporofeta ba Baale bona ba makgolo a mane le mashome a mahlano. Re tlisetseng dipohwana tse pedi, baporofeta ba Baale ba ikgethele e nngwe ya tsona, ba e tshele, ba e bee hodima patsi e tjhehileng mollo, ba se ke ba e hotetsa; le nna ke tla tshela pohwana e nngwe, ke e bee hodima patsi, ebe ha ke hotetse mollo. Jwale le bitse medimo ya lona, le nna ke tla bitsa Morena, mme modimo ya tla arabela ka ho hotetsa mollo e tla ba ke yena Modimo.” Setjhaba sa arabela kaofela, sa re: “O nepile ditaba!” Jwale Elia a re ho baporofeta ba Baale: “Ha ho qale lona ho kgetha pohwana, le be le e tshele, hobane le bangata; ebe le bitsa medimo ya lona, feela le se ke la hotetsa mollo.” Yaba ba nka pohwana eo ba e neilweng, ba a e tshela, ba bitsa Baale ho tloha hoseng, ho fihlela hara mpa ya motsheare, ba ntse ba re: “Oho, Baale, ako re arabe!” Empa ha se ke ha eba le lentswe, kapa motho ya arabelang. Ba tlolaka pela aletare eo ba neng ba e hahile. Hara mpa ya motsheare Elia a ba soma, a re: “Howeletsang haholo, hobane Baale ke modimo! Mohlomong o sa le boikgutsong, kapa o ilo ithoma, kapa o leetong, kapa mohlomong o robetse, mme eka kgona a tsoswe.” Ba howa haholo, mme ka mokgwa wa bona ba itshehaka ka dithipa le ka mahare, ho fihlela madi a bona a phorosela. Ba nna ba palaola, jwaloka mahlanya, ho fihlela e eba nako ya ho etsa nyehelo ya mantsiboya, empa ha se ke ha eba le lentswe, kapa motho ya arabelang, kapa ya ba natsang. Jwale Elia a re ho setjhaba sohle: “Atamelang kwano!” Setjhaba sohle sa atamela ho yena. Yaba o tsosa aletare ya Morena e neng e heleditswe. Elia a nka majwe a leshome le metso e mmedi, ho lekanya palo ya merabe ya bana ba Jakobo, eo lentswe la Morena le neng le fihle ho yena, la re: “Lebitso la hao e tla ba Iseraele.” Ka majwe ao a hahela Morena aletare. A tjheka mosele o potapotang aletare, o ka lekanang ho tshela dilethara tse leshome le metso e mene tsa metsi. A tjheha patsi ya mollo, a tshela pohwana, a bea ditho tsa yona hodima patsi, a re: “Tlatsang dinkgo tse nne metsi, le tshele sehlabelo sa setjheso le patsi ka wona.” Yaba o re: “Etsang jwalo kgetlo la bobedi!” Ba etsa jwalo kgetlo la bobedi. A boela a re: “Etsang jwalo kgetlo la boraro!” Ba etsa jwalo kgetlo la boraro. Metsi a tsholoha le mahlakoreng wohle a aletare, le mosele ba o tlatsa metsi. Ha nako ya ho etsa nyehelo ya mantsiboya ya sehlabelo sa setjheso, e fihlile, moporofeta Elia a atamela, a re: “Oho, Morena Modimo wa Aborahama, le Isaka, le Iseraele, a ho ke ho tsejwe kajeno, hore o Modimo wa Iseraele, le hore nna ke mohlanka wa hao, le hore ke entse dintho tsena tsohle ka taelo ya hao. Ako nkutlwe, Morena! Ako nkutlwe, setjhaba sena se tle se tsebe hore wena, Morena, o Modimo, le hore o sokolotse dipelo tsa sona hape.” Yaba mollo wa Morena o theoha hodimo, o tjhesa sehlabelo sa setjheso, le patsi, le majwe, le lerole; o monya le metsi a neng a le ka moseleng. Ha batho bohle ba bona hoo, ba itihela fatshe ka difahleho, ba re: “Morena ke yena Modimo! Morena ke yena Modimo!” Elia a re ho bona: “Tshwarang baporofeta ba Baale, le se ke la tlohela le ya mong wa bona a phonyoha!” Ba ba tshwara, Elia a ba theolela ka molatswaneng wa Kishone, a ba bolaela hona moo. Yaba Elia o re ho Akabe: “Tsamaya o yo ja, o nwe, hobane ke utlwa ho hwasa ha pula ya ditlwebelele.” Akabe a tsamaya ho ya ja le ho nwa. Elia yena a nyolohela tlhorong ya Karamele, a fihla a putlama fatshe, a kenya hlooho pakeng tsa mangwele. A re ho mohlanka wa hae: “Nyolohela hodingwana, o akgele mahlo nqa lewatle.” A nyoloha, a akgela mahlo, a re: “Ha ho letho.” Yaba Elia o re: “Boela hape!” A boela hasupa. Ka kgetlo la bosupa, mohlanka a re: “Ke bona lerunyana le lekaalo ka seatla sa motho le nyoloha lewatleng.” Elia a re: “Tsamaya o ye ho Akabe, o re: Palama koloi ya hao, o ye hae, esere pula ya o thibella! ” Ka ho panya ha ntshi feela, lehodimo la fifala ke maru a matsho, moya wa pukutsa, ha na pula ya ditlwebelele. Akabe a palama, a ya Jesereele. Morena a matlafatsa Elia, a itlama letheka, a kgisa ka sekaja kapele ho Akabe, ho ya fihla Jesereele. Akabe a tsebisa Jesabele tsohle tseo Elia a di entseng, le kamoo a ileng a bolaya baporofeta ba Baale ka sabole kateng. Yaba Jesabele o roma leqosa ho Elia, o re: “Haeba hosasane, ka yona nako ena, ke sa o bolaya jwalokaha o bolaile baporofeta, le nna medimo e ke e nketse jwaloka bona, e be e fetise moo.” Ha Elia a bona taba di le mosenekeng, a ema, a baleha hore a tle a pholohe, a ba a ya fihla Beeresheba e naheng ya Juda, mme a siya mohlanka wa hae hona moo. Elia yena a qeta letsatsi a ntse a tsamaya hara lehwatata. A fihla a dula tlasa sehlahla sa tshinabele, a ikopela hore a shwe, a re: “Ho lekane! Oho, Morena, nka moya wa ka jwale, hobane ha ke fete bo-ntate ka letho!” Ha a ntse a paqame, a kgalehile katlasa sehlahla sa tshinabele, lengeloi la mo sisinya, la re ho yena: “Tsoha, o je!” Ha a tadima, a bona senkgwa se besitsweng mollong wa mashala, pela hlooho ya hae ho ena le lekuka la metsi. Yaba o a ja, o a nwa, a nto kgaleha hape. Lengeloi la Morena la boela la tla kgetlo la bobedi, la mo sisinya, la re: “Tsoha, o je, ho seng jwalo leeto lena le tla o imela.” Yaba o a tsoha, o a ja, o a nwa. Dijo tseo tsa mo matlafatsa, mme a tsamaya matsatsi a mashome a mane, le masiu a mashome a mane, a ba a ya fihla Horebe, thabeng ya Modimo. Ha a fihla teng a fumana lehaha, mme a robala ka ho lona. Yaba lentswe la Morena le fihla ho yena, le re: “O etsang moo, Elia?” Elia a re: “Ke ka baka la ho boulela Morena Modimo wa mabotho, ke leng mona. Bana ba Iseraele ba furaletse selekane sa hao, ba heleditse dialetare tsa hao, ba bolaile baporofeta ba hao ka sabole. Ke nna ke le mong feela ya setseng, mme jwale ba batla ho mpolaya.” Lentswe la re: “Tsamaya, o yo ema hodima thaba, kapele ho Morena.” Yaba Morena o a feta. Moya wa sefefo se matla, o eteletseng Morena pele, wa heletsa dithaba, wa kgepholaka mafika, empa Morena o ne a le siyo kahara moya oo. Hoba moya oo o fete, ha eba le tshisinyeho ya lefatshe, empa Morena o ne a le siyo kahara tshisinyeho eo. Hoba tshisinyeho eo e kgaotse, ha eba le mollo, empa Morena o ne a le siyo kahara mollo oo. Hoba mollo oo o fete, ha utlwahala lentswe le lesesanyane, le hweshetsang. Ha Elia a utlwa lentswe leo, a ikgurumetsa ka kobo ya hae, a tswa, a ema monyako wa lehaha. Jwale lentswe la boela la fihla ho yena, la re: “O etsang moo, Elia?” Yena a re: “Ke ka baka la ho tjhesehela ho sebeletsa Morena Modimo wa mabotho, ke leng mona. Bana ba Iseraele ba furaletse selekane sa hao, ba heleditse dialetare tsa hao, ba bolaile baporofeta ba hao ka sabole. Ke nna ke le mong feela ya setseng, mme jwale ba batla ho mpolaya.” Yaba Morena o re ho yena: “Ikgate mohlala, o ye lehwatateng la Damaseka. Ha o fihla teng, o tlotse Hasaele, e be kgosi ya Arame. Jehu, mora wa Nimeshi, yena o mo tlotse, e be kgosi ya Iseraele; le Elisha, mora wa Shafate wa Abele-Menola o mo tlotse, e be moporofeta bakeng sa hao. Ya tla phonyoha saboleng sa Hasaele, o tla bolawa ke Jehu, mme ya tla phonyoha saboleng ya Jehu, o tla bolawa ke Elisha. Empa ke tla siya ba dikete tse supileng naheng ya Iseraele, e leng bohle ba sa kang ba kgumamela Baale, le bohle ba sa kang ba mo aka.” Yaba Elia o a tsamaya, mme a fumana Elisha, mora wa Shafate, moo ho ntseng ho lengwa ka dipane tse leshome le metso e mmedi tsa dipholo, yena a lema ka sepane sa leshome le metso e mmedi. Elia a fihla a feta pela Elisha, yaba o akgela kobo ya hae hodima hae. Elisha a siya dipholo, a matha kamora Elia, a re: “Ako ntumelle, ke a o rapela: Ke mpe ke yo aka ntate le mme, mme ke tla o latela.” Yaba Elia o re ho yena: “Tsamaya! Na nkile ka o thibela?” Yaba Elisha o a kgutla, o nka dipholo tsa hae tsa sepane, o a di hlaba. A besa mollo ka dijoko, a pheha nama ya dipholo, a e fa batho, yaba ba a ja. Jwale yena a tsamaya, a sala Elia morao, mme a mo sebeletsa. Bene-Hadade, kgosi ya Arame, a kgobokanya lebotho la hae. O ne a ena le dikgosi tse mashome a mararo a metso e mmedi, tse nang le dipere le dikariki tsa ntwa. A nyoloha, a futuhela Samaria, a e etsetsa thibella. Yaba o romela maqosa ka motseng, ho Akabe, kgosi ya Iseraele, o re ho yena: “Bene-Hadade o bua tjena: Silefera ya hao le kgauta ya hao ke tsa ka; le basadi ba hao, le bana ba hao ba batlebatle, ke ba ka. ” Yaba kgosi ya Iseraele e a araba, e re: “Jwalokaha o se o boletse, monga ka, kgosi ya ka, ke wa hao; le tsohle tseo ke nang le tsona ke tsa hao.” Maqosa a boela a tla, a re: “Bene-Hadade o bua tjena, o re: Le hoja ke ne ke o rometse molaetsa, ke itse o ntlisetse silefera ya hao, le kgauta ya hao, le basadi ba hao, le bana ba hao, hosasane, ka yona nako ena, ke tla romela bahlanka ba ka ho wena, ba tlo hlahloba ntlo ya hao, le matlo a bahlanka ba hao, mme ba inkele ntho e nngwe le e nngwe eo e leng ya bohlokwa ho wena, ba tsamaye ka yona. ” Yaba kgosi ya Iseraele e bitsa baholo ba setjhaba, e re: “A ke le boneng kamoo motho enwa a leng leqhoko kateng! O itse ke mo fe basadi ba ka, le bana ba ka, le silefera ya ka, le kgauta ya ka, mme ha ke a ka ka mo hanela ka letho.” Baholo bohle, le setjhaba sohle, ba re ho yena: “O se mamele letho, leha e le ho dumela letho.” Ka baka leo, a re ho maqosa a Bene-Hadade: “Bolellang monga ka, kgosi, le re: Tsohle tseo o di batlileng ho mohlanka wa hao ka lekgetlo la pele ke tla di etsa, empa ha e le hona hona, nke ke ka ho etsa. ” Maqosa a tsamaya, a isa karabo. Bene-Hadade a boela a romela molaetsa ho yena, a re: “Ke tla futuhela Samaria ka boiyane ba bahlabani, hoo ha e mong le e mong wa bona a ka ngwatha lefupu la mobu wa teng, a ke keng wa ba lekana. Haeba ke sa etse jwalo, medimo e nketse tjena le tjena, esita le ho fetisa moo.” Yaba kgosi ya Iseraele e a araba, e re: “Mmolelleng, le re: Sentle ke ho boya le marumo le thebe; re tla boka ha di oraha. ” Bo-Bene-Hadade le dikgosi ba ne ba ntse ba enwa, ba le diahelong. Ha Bene-Hadade a utlwa molaetsa ona, a re ho bahlanka ba hae: “Theang theko!” Yaba ba thea theko, ba futuhela motse. Jwale moporofeta e mong a fihla ho Akabe, kgosi ya Iseraele, a re: “Morena o bua tjena: Na o bona boiyane boo ba bahlabani? Ke tla neelana ka bona matsohong a hao kajeno, mme o tla tseba hore ke nna Morena. ” Yaba Akabe o re: “E tla ba ka mang?” Moporofeta a re: “Morena o bua tjena: E tla ba ka bahlanka ba mahosana a ditereke. ” Akabe a re: “Ntwa e tla laolwa ke mang?” Moporofeta a mo araba, a re: “Ke wena.” Jwale Akabe a bala bahlanka ba mahosana a ditereke, mme a fumana ba le makgolo a mabedi le mashome a mararo a metso e mmedi. Kamorao ho moo a bala bahlabani bohle ba bana ba Iseraele, mme bona ya eba dikete tse supileng. Ba futuha ha tsatsi le le hloohong tsa mengala. Bo-Bene-Hadade le dikgosi tse mashome a mararo a metso e mmedi, tse neng di mo tlatsitse, ba ne ba ntse ba enwa, ba le diahelong, ba tahilwe. Bahlankana ba mahosana a ditereke ba futuha pele. Bene-Hadade a romela dihlwela, tsa tla mo tsebisa, tsa re: “Banna ba Samaria ba a tla!” Yaba o re: “Ebang ba tla ka kgotso, kapa ba tla ka ntwa, le ba thope.” Bahlankana bao ba mahosana a ditereke ba tswa motseng, bahlabani ba ba setse morao. Mohlabani ka mong a bolaya wa hae. Baarame ba baleha, mme Baiseraele ba ba phaladisa. Bene-Hadade, kgosi ya Arame, a lwabela pere, a baleha le bahlabani ba palameng dipere. Yaba kgosi ya Iseraele e ikakgela ntweng, e hapa dipere le dikariki tsa ntwa, Baarame bona ya ba etsa mofela. Jwale moporofeta a fihla ho kgosi ya Iseraele, a re ho yona: “Tsamaya, o yo hlopha mabotho a hao, o bone hore na o tla etsa jwang, hobane ha selemo se thwasa kgosi ya Arame e tla o futuhela.” Bahlanka ba kgosi ya Arame ba re ho yona: “Modimo wa bona ke modimo wa dithaba, ke kahoo ba ileng ba re hlola, empa ha re ka ba lwantshetsa diphuleng, ruri re tla ba hlola. Jwale etsa tjena: Tlosa dikgosi bolaoding, mme bakeng sa tsona o bee balaodi ba mabotho. Kgobokanya mabotho a lekanang le a ileng a bolawa; dipere di be kaalo ka tsa pele, le dikariki tsa ntwa di be kaalo ka tsa pele. Re tla ba lwantshetsa phuleng, mme ruri re tla ba hlola.” Yaba o mamela seo ba se buang, mme a etsa jwalo. Ha selemo se thwasa, Bene-Hadade a kgobokanya Baarame, a nyolohela Afeke, a futuhela Baiseraele. Bana ba Iseraele le bona ba kgobokana, ba hlomela, ba kgahlanyetsa Baarame. Bana ba Iseraele ba hloma ditente tsa bona kapele ho Baarame, ba ba jwaloka mehlatswana e mmedi ya dipotsanyane, ha Baarame bona ba ne ba tletse naha. Moporofeta wa Modimo a fihla, a bua ho kgosi ya Iseraele, a re ho yona: “Morena o bua tjena: Erekaha Baarame ba itse Morena ke modimo wa maralla, e seng modimo wa diphula, ke tla neelana ka letshwelehadi lena matsohong a hao, mme o tla tseba hore ke nna Morena. ” Ba qeta matsatsi a supileng ba hlomme, ba tjamelane. Ka letsatsi la bosupa ntwa ya kopana, mme ka lona tsatsi leo bana ba Iseraele ba bolaya bahlabani ba ditaaso ba Baarame, ba dikete tse lekgolo. Ba phonyohileng ba balehela motseng wa Afeke, empa lerako la motse la pitla ba dikete tse mashome a mabedi a metso e supileng ba bona. Bene-Hadade le yena a balehela motseng, a fihla a kena ka kamoreng e kahare. Bahlanka ba hae ba re ho yena: “Mamela mona; re utlwile hore dikgosi tsa Baiseraele ke dikgosi tse mohau; ka baka leo, re a o kopa: Re dumelle re itlame matheka ka masela a mahwashe, re qhake dihlooho tsa rona ka dithapo, re ye ho kgosi ya Iseraele, mohlomong e ka o qenehela.” Yaba ba itlama matheka ka masela a mahwashe, ba qhaka dihlooho tsa bona ka dithapo, ba ya ho kgosi ya Iseraele, ba fihla ba re: “Mohlanka wa hao Bene-Hadade o re: Ke a o rapela: O se ke wa mpolaya! ” Yaba kgosi ya Iseraele e re: “O ntsa phela? Ke ngwaneso!” Banna bao ba ba sedi haholo ho bona moo moya o fokelang teng, mme hanghang, ha ba bone, ba re: “E, ngwaneno Bene-Hadade!” Yaba e re: “Tsamayang, le yo mo lata!” Bene-Hadade a fihla ho kgosi ya Iseraele, mme ya mo palamisa kariki ya yona ya ntwa. Jwale Bene-Hadade a re ho kgosi ya Iseraele: “Ke tla o buseletsa metse yohle eo ntate a neng a e hape ho ntatao, mme o ka iketsetsa dibaka tsa kgwebo Damaseka, jwalokaha ntate le yena a ne a di etse Samaria.” Akabe a re: “Ke tla o lokolla ha re ka etsa selekane.” Yaba ba etsa selekane le yena, a nto mo lokolla. Ka taelo ya Morena, monna e mong wa sehlopha sa baporofeta a re ho molekane wa hae: “Nkotle ke a o rapela!” Empa monna eo a hana ho mo otla. Yaba o re ho yena: “Kahobane ha wa hlompha taelo ya Morena, hanghang ha o tloha ho nna mona, tau e tla o bolaya.” Yare hanghang hoba a tlohe ho eo, tau ya kgahlana le yena, mme ya mmolaya. A kgahlana le monna e mong hape, mme a re ho yena: “Nkotle, ke a o rapela!” Eo a mo otla, a mo ntsha maqeba. Yaba moporofeta o a tsamaya, o emela kgosi tseleng, a ikgakantse ka ho itlama mahlo ka lesela. Ha kgosi e feta a e howeletsa, a re: “Mohlanka wa hao o ne a ikakgetse moo ntwa e leng mahlomafubedu; yaba monna e mong o tswa hara theko, o ntlisetsa motho, o re ho nna: Disa motho enwa! Haeba a ka tshoha a phonyoha, o tla bolawa bakeng sa hae; ho seng jwalo o tla lefa silefera e etsang boima ba dikilo tse mashome a mararo a metso e mene. Ha mohlanka wa hao a ntse a tshwere ka mona le ka mane, monna eo a nyamela.” Kgosi ya Iseraele ya re ho yena: “Kahlolo ya hao e tla ba yona eo. Ke wena ya itheretseng yona.” Jwale a potlakela ho itlamolla mahlo, mme kgosi ya Iseraele ya bona hore ke e mong wa baporofeta. Moporofeta eo a re ho kgosi: “Morena o bua tjena: Kahobane o lokolotse motho eo ke neng ke rerile hore a timetswe, o tla bolawa bakeng sa hae; le setjhaba sa hao se bolawe bakeng sa setjhaba sa hae. ” Kgosi ya Iseraele ya ya tlung ya yona; ya fihla Samaria pelo ya yona e tetebetse, e tshwenyehile. Hoba tsena di fete, ha etsahala tsena: Nabote wa Mojesereele o ne a ena le tshimo ya morara Jesereele, e le haufi le ntlo ya bokgosi ya Akabe, kgosi ya Samaria. Akabe a re ho Nabote: “Kaha tshimo ya hao ya morara e le haufi le ntlo ya ka, mphe yona, ke tle ke leme meroho ho yona. Ke tla o nea e mobu o motle ho feta eo; kapa haeba o rata, ke tla e reka ka tjhelete e e lokelang.” Empa Nabote a re ho Akabe: “Morena a mpe a nthuse, ke se ke ka o nea lefa la bo-ntate.” Akabe a kgutlela lapeng ha hae, pelo ya hae e tetebetse, a hloname, ka lebaka la puo eo Nabote wa Mojesereele a e buileng ho yena, hobane o ne a ile a re: “Nke ke ka o nea lefa la bo-ntate.” A ya paqama betheng ya hae, a shebile leboteng, a ikgurumetsa, a hana le ho ja. Empa mosadi wa hae, Jesabele, a kena kamoo a leng kateng, a re ho yena: “Ke ka baka lang o hlonameng hakaale, o hanang le ho ja?” Akabe a re ho yena: “Ke hobane ke ile ka bua le Nabote wa Mojesereele, ka re ho yena: Nthekisetse tshimo ya hao ka tjhelete; kapa haeba o rata, ke tla o nea tshimo e nngwe ya morara bakeng sa yona. Yena a nkaraba, a re: Nke ke ka o nea tshimo ya ka ya morara. ” Jesabele, mosadi wa hae, a re ho yena: “Na hase wena ya busang naha ya Iseraele? Tsoha, o je, o nyakalle. Ke tla o nea tshimo eo ya morara ya Nabote wa Mojesereele.” Yaba Jesabele o ngola mangolo lebitsong la Akabe, a ba a a hatisa ka letshwao la hae. Mangolo ana a a romela ho baholo le mahosana a ahileng le Nabote motseng oo wa habo. Mangolong ao o ne a ngotse, a itse: “Phatlalatsang tsatsi la ho itima dijo, mme hara setjhaba sohle Nabote a bewe setulong se ka sehloohong. Malebana le yena le bee banna ba babedi, ba kgopo, ba tle ba mo qose, ba re: Wena, Nabote, o ile wa nyefola Modimo le kgosi! Jwale lona le mo hulanyetse kantle ho motse, le mo tlepetse ka majwe a be a shwe.” Banna ba motse oo wa habo Nabote, e leng baholo le mahosana, bao e neng e le baahi ba motse oo, ba phetha taelo eo Jesabele a neng a ba rometse yona, jwalokaha e ne e ngotswe mangolong ao a neng a ba rometse wona. Ba fela ba phatlalatsa letsatsi la ho itima dijo, mme Nabote a bewa setulong se ka sehloohong hara setjhaba. Jwale banna ba babedi, ba kgopo, ba fihla ba dula kapele ho yena, ba mo qosa kapele ho setjhaba, ba re: “Nabote o ile a nyefola Modimo le kgosi!” Yaba ba hulanyetsa Nabote kantle ho motse, ba mo tlepetsa ka majwe, a ba a shwa. Ba romela molaetsa ho Jesabele, ba re: “Nabote o tlepeditswe ka majwe, o shwele!” Ha Jesabele a utlwa hore Nabote o tlepeditswe ka majwe, mme o shwele, a re ho Akabe: “Tsoha, o inkele tshimo ya morara ya Nabote wa Mojesereele, eo a ileng a hana ho o rekisetsa yona ka tjhelete, hobane Nabote e se e le mofu.” Ha Akabe a utlwa hore Nabote o shwele, a ema, a theohela tshimong ya morara ya Nabote wa Mojesereele, a inkela yona. Jwale lentswe la Morena la fihla ho Elia wa Tishebe, la re: “Ema, o theohele Samaria ho Akabe, kgosi ya Iseraele. O tshimong ya morara ya Nabote, moo a theohetseng teng ho ya inkela yona. O tle o fihle o re ho yena: Morena o bua tjena: Na o fela o bolaile Nabote, o bile o inketse tshimo ya hae? O boele o re ho yena: Morena o bua tjena: Hona moo, moo dintja di ileng tsa qaphela madi a Nabote hona teng, le wena madi a hao di tla a qaphela hona teng. ” Akabe a re ho Elia: “Wa mphumana, wena sera sa ka!” Elia a re: “E, ke o fumane, hobane o ineeletse ho etsa bobe moo Morena a ntseng a o bona. Ke tla o dihela koduwa, ke fedise ditloholo tsa hao. Ke tla bolaya ba batona bohle ba lelapa la Akabe, naheng ya Iseraele; e ka ba makgoba kapa ba lokolohileng. Lelapa la hao ke tla le etsa jwalokaha ke ne ke etse lelapa la Jeroboame, mora wa Nebate, le jwalokaha ke ne ke etse lelapa la Basha, mora wa Ahiya, hobane o mphepheditse hoo ke bileng ke o halefetseng; o entse hore Baiseraele ba sitelwe Morena.” Morena a bua le ka Jesebele, a re: “Dintja di tla jella setopo sa Jesabele kahara motse wa Jesereele. Mang kapa mang wa lelapa la Akabe ya shwelang motseng, o tla jewa ke dintja, mme ya shwelang naheng o tla jewa ke dinonyana tse fofang.” Ha ho le ya mong ya kileng a ineella ho etsa bobe jwaloka Akabe. O ne a kgothaletswa ke Jesabele, mosadi wa hae. A etsa manyala ka ho latela medingwana ya bohata, le ka ho etsa tsohle tse neng di etswa ke Baamore, bao Morena a neng a ba leleke kapele ho bana ba Iseraele. Yare ha Akabe a utlwa mantswe ana, a hahola diaparo tsa hae, a apara tse mahwashe, a itima dijo, a robala a ntse a apere tse mahwashe, a tsamaya a siame. Lentswe la Morena la fihla ho Elia wa Tishebe, la re: “Na o bona kamoo Akabe a ikokobeleditseng nna kateng? Kahobane a ikokobeleditse nna, koduwa ena e ke ke ya eba teng mehleng ya hae; ke tla e dihela hodima lelapa la Akabe mehleng ya mora wa hae.” Ka dilemo tse tharo kgotso ya eba teng pakeng tsa Arame le Iseraele. Ka selemo sa boraro Jehoshafate, kgosi ya Juda, a theohela ho kgosi ya Iseraele. Kgosi ya Iseraele ya re ho bahlanka ba yona: “Na le a tseba hore Rama e Gileade ke ya rona, empa re kgutsitse, ha re e amohe kgosi ya Arame?” Yaba o re ho Jehoshafate: “Na o tla ya le nna, re futuhele Rama e Gileade?” Jehoshafate a re ho kgosi ya Iseraele: “Rona le wena re ntho e le nngwe. Setjhaba sa ka ke setjhaba sa hao; dipere tsa ka ke dipere tsa hao.” Jehoshafate a boela a re ho kgosi ya Iseraele: “Ke a o kopa: Ako botse Morena pele.” Kgosi ya Iseraele ya kgobokanya baporofeta ba ka bang makgolo a mane, ya re ho bona: “Na nka futuhela Rama e Gileade kapa tjhe?” Ba re: “Futuha, hobane Morena o tla neelana ka yona matsohong a kgosi.” Empa Jehoshafate a re: “Na ekaba moo ha ho sa na moporofeta e mong wa Morena, eo re ka mmotsang?” Kgosi ya Iseraele ya araba Jehoshafate, ya re: “Ho sa na le monna e mong hape, eo re ka reng a re botsetse ho Morena. Ke Mmikiya, mora wa Jimela, empa ke mo hloile, hobane ha a ke a mporofetela tse molemo, o mporofetela tse mpe.” Jehoshafate a re: “Kgosi e se ke ya bua jwalo.” Jwale kgosi ya Iseraele ya bitsa e mong wa matona, ya re ho yena: “Potlaka o mpitsetse Mmikiya mora wa Jimela!” Kgosi ya Iseraele le Jehoshafate, kgosi ya Juda, ba ne ba apere diaparo tsa bona tsa bokgosi, ba dutse diteroneng tsa bona, seotlong se kantle ho kgoro ya motse wa Samaria, mme baporofeta bohle ba porofeta ba le kapele ho bona. Sedekiya, mora wa Kenaneya, o ne a iketseditse dinaka tsa tshepe, mme a re: “Morena o bua tjena: Ka dinaka tsena o tla sututsa Baarame, ho fihlela o ba timetsa. ” Baporofeta bohle ba porofeta jwalo, ba re: “Futuhela Rama e Gileade mme o tla atleha, hobane Morena o tla neelana ka yona matsohong a kgosi.” Moromuwa ya neng a ilo bitsa Mmikiya a bua ho yena, a re: “Ako bone, baporofeta bana ba ntsweleng, ha ba bolella kgosi taba tse molemo. Le wena ako bue jwaloka bona, o bolele tse molemo.” Empa Mmikiya a re: “Ka Morena ya phelang, ke tla bua feela tseo Morena a mpolellang tsona!” Ha Mmikiya a fihla ho kgosi, kgosi ya re ho yena: “Mmikiya, na re ka futuhela Rama e Gileade, kapa tjhe?” Mmikiya a mo araba, a re: “E futuheleng, mme le tla atleha, hobane Morena o tla neelana ka yona matsohong a kgosi.” Empa kgosi ya re ho yena: “Eka kgona ke o laele hakae hore o se mpolelle letho, haese nnete feela, ka lebitso la Morena?” Mmikiya a re: “Ke bona Baiseraele bohle ba qhalakane hodima dithaba, jwaloka dinku tse se nang modisa, mme Morena o re: Bana ha ba na monga bona: Motho ka mong a ipoelle ha hae ka kgotso. ” Yaba kgosi ya Iseraele e re ho Jehoshafate: “Na ha ke a ka ka o bolella hore a ke ke a mporofetela tse molemo, haese tse mpe feela?” Mmikiya a tswela pele, a re: “Ka baka leo he, utlwa lentswe la Morena: Ke bone Morena a dutse teroneng ya hae, mme mabotho wohle a lehodimo a eme pela hae, ka letsohong la hae le letona le ka ho le letshehadi. Morena a botsa, a re: Ke mang ya tla qhekanyetsa Akabe hore a futuhe, a tle a yo bolaelwa Rama e Gileade? E mong a bua tjena, e mong a bua tjena. “Jwale moya o mong o thetsang wa tswa hara lebotho la Morena, wa bua, wa re: Ke nna ya tla mo qhekanyetsa! “Morena a re ho wona: Jwang? “Wa araba, wa re: Ke tla ya, ke rute baporofeta bohle ba hae ho bua leshano. “Morena a re: O tla mo qhekanyetsa, o be o atlehe. Tsamaya, o yo etsa jwalo! “Ka baka leo he, ako bone kamoo Morena a entseng hore baporofeta bana ba hao bohle ba bue leshano! Empa Morena yena o se a boletse koduwa e tla o wela hodimo.” Jwale Sedekiya, mora wa Kenaneya, a atamela ho Mmikiya, a mo wahlela lerameng mona, a re: “Moya wa Morena o ile wa tswa jwang ka ho nna, ho ya bua le wena?” Mmikiya a re: “Mohla o kenang ka kamoreng e kahare ho ya ipata, ke mohla o tla tseba.” Kgosi ya Iseraele ya re: “Tshwarang Mmikiya, le mo kgutlisetse ho Amona, mmusi wa motse ona, le ho kgosana Jowashe, mora wa kgosi, le re: Kgosi e bua tjena: Hlahlelang monna enwa tjhankaneng, le mo sotle ka ho mo phedisa ka bohobe le ka metsi feela ho fihlela ke kgutla ka kgotso. ” Mmikiya a re: “Haeba o ka kgutla ka kgotso, etlaba hase Morena ya buileng ka molomo wa ka.” Yaba o re: “Ebe le utlwile, lona bohle!” Kgosi ya Iseraele le Jehoshafate kgosi ya Juda ba nyoloha, ba futuhela Rama e Gileade. Kgosi ya Iseraele ya re ho Jehoshafate: “Ke tla ikgakanya, ke itahlele ntweng, empa wena o apare diaparo tsa hao tsa bokgosi.” Kgosi ya Iseraele ya ya ntweng e ikgakantse. Kgosi ya Arame ya laela balaodi ba yona ba dikariki tsa ntwa ba mashome a mararo a metso e mmedi, ya re: “Le se ke la lwantsha motho ofe kapa ofe, haese kgosi ya Iseraele feela.” Ha balaodi ba dikariki tsa ntwa ba bona Jehoshafate ba re: “Ruri enwa ke yena kgosi ya Iseraele!” Ba mo seohela. Jehoshafate a hlaba mokgosi, mme yare ha balaodi ba dikariki tsa ntwa ba hlokomela hore hase yena kgosi ya Iseraele, ba kgaotsa ho mo phaladisa. Mohlabani e mong a betsa motsu wa hae feela, a sa o lebisa ho motho, mme ka lehlohonolo a hlaba kgosi ya Iseraele moo seaparo sa ntwa se kopanang teng. Yaba kgosi e re ho moqhobi wa kariki ya ntwa: “Sokolla kariki ya hao, o nntshe hara lebotho, hobane ke tswile kotsi.” Mohlang oo ntwa ya nna ya eketsa ho befa. Kgosi ya Iseraele e ntse e tadimile ka ho Baarame, ya ema e tsheheditswe ka kariking ya yona ya ntwa, mme ka phirimana ya eshwa. Madi a tswang leqebeng la kgosi a phalla, a ba a etsa letsha ka kariking ya yona ya ntwa. Ha letsatsi le dikela, ha phatlalatswa hara mabotho, ha thwe: “Monna ka mong a kgutlele motseng wa habo, monna ka mong a kgutlele naheng ya habo.” Kgosi ya eshwa jwalo. Setopo sa yona sa iswa Samaria, mme sa epelwa teng. Ba ya hlatswa kariki ya kgosi letshaneng la Samaria, dintja tsa qapha madi a yona, le diotswa tsa tolla letshaneng leo, ho ya ka polelo eo Morena a neng a e bolele. Diketso tse ding tsa Akabe, le tsohle tseo a ileng a di etsa, le tsa ntlo eo a ileng a e haha ka manaka a tlou, le tsa metse yohle eo a ileng a e haha, di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Iseraele. Akabe a shwa, a ikela ho bo-ntatae. Akasiya, mora wa hae, a mo hlahlama. Ka selemo sa bone sa puso ya Akabe, kgosi ya Iseraele, Jehoshafate, mora wa Asa, a qala ho busa naha ya Juda. Jehoshafate o ne a ena le dilemo tse mashome a mararo a metso e mehlano ha a qala ho busa. A busa ka dilemo tse mashome a mabedi a metso e mehlano a le Jerusalema. Lebitso la mmae e ne e le Asuba, moradi wa Shilehi. A tsamaya mehlaleng ya ntatae Asa, a se ke a e kgeloha. A kgahlisa Morena. Leha ho le jwalo, dibaka tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, ha di a ka tsa fediswa. Setjhaba sa nna sa etsetsa dinyehelo, le ho tjhesetsa mokubetso ho tsona. Jehoshafate a phedisana ka kgotso le kgosi ya Iseraele. Diketso tse ding tsa Jehoshafate, le tsa bonatla ba hae, le tsa dintwa tseo a ileng a di lwana, tsena tsohle di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Juda. Banna ba neng ba kgethetswe ho etsetsa bohlola ka dibakeng tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, ba neng ba sale mehleng ya ntatae, a ba hleka kahara naha. Ho ne ho se kgosi Edomo, ho busa motshwaredi. Kgosi Jehoshafate a haha dikepe tsa kgwebo hore di tle di yo lata kgauta Ofire, empa tsa se ke tsa finyella, hobane di ile tsa pshatlwa ke difefo Esione-Gebere. Yaba Akasiya, mora wa Akabe, o re ho Jehoshafate: “Ere bahlanka ba ka ba tsamaye le bahlanka ba hao ka dikepe.” Empa Jehoshafate a hana. Jehoshafate a shwa, a epelwa le bo-ntatae Motseng wa Davida, ntataemoholo. Mora wa hae, Jehorame, a mo hlahlama. Ka selemo sa leshome le metso e supileng sa puso ya Jehoshafate, kgosi ya Juda, Akasiya, mora wa Akabe, a qala ho busa naha ya Iseraele, a le Samaria. O ile a busa naha ya Iseraele ka dilemo tse pedi. A etsa bobe mahlong a Morena. A tsamaya mehlaleng ya ntatae le ya mmae, le ya Jeroboame, mora wa Nebate, ya ileng a etsa hore Baiseraele ba sitelwe Morena. A sebeletsa Baale, mme a mo kgumamela, a halefisa Morena Modimo wa Iseraele, jwalokaha ntatae a ile a etsa. Hoba kgosi Akabe a shwe, Bamoabe ba fetohela Baiseraele. Kgosi Akasiya a wela a le lethuleng la fesetere ya kamore ya hae e kahodimo, Samaria, a tswa kotsi e tshabehang. A roma maqosa, a re ho wona: “Tsamayang, le yo botsa Baale-Sebube, modimo wa Ekerone, hore na ke tla fola.” Empa lengeloi la Morena la laela moporofeta Elia wa Tishebe, la re: “Ema, nyoloha, o yo kgahlanyetsa maqosa a kgosi ya Samaria. O fihle o a botse, o re: Na Modimo ha a yo moo naheng ya Iseraele, ha e le moo le ilo disetsa ho Baale-Sebube, modimo wa Ekerone? Ka lebaka lena, Morena o bua tjena: O ke ke wa hlola o tsoha diphateng tsa hao, hobane ke a o tiisetsa o tla shwa. ” Yaba Elia o a ikela. Maqosa a kgutlela ho kgosi, mme kgosi ya a botsa, ya re: “Le kgutletseng?” A re ho yona: “Monna e mong o ile a nyoloha, a re kgahlanyetsa tseleng, a re ho rona: Kgutlelang ho kgosi e le rommeng, mme le re ho yona, Morena o bua tjena: Na Modimo ha a yo moo naheng ya Iseraele, ha e le moo o roma maqosa ho ya disetsa ho Baale-Sebube, modimo wa Ekerone? Ka baka lena, o ke ke wa hlola o tsoha diphateng tsa hao, hobane ke a o tiisetsa o tla shwa. ” Kgosi ya a botsa, ya re: “E ne e le motho ya jwang, eo ya ileng a nyoloha ho tla le kgahlanyetsa, mme a le bolella ditaba tsee?” Maqosa a re ho yona: “O ne a apere seaparo sa boya, a ikgahlotse letheka ka leqhama la letlalo.” Yaba kgosi e re ho wona: “Motho eo ke Elia wa Tishebe!” Kgosi ya roma molaodi wa bahlabani ba mashome a mahlano le bahlabani ba hae ba mashome a mahlano ho Elia. Molaodi eo a nyolohela ho Elia, mme a mo fumana a dutse tlhorong ya leralla. Molaodi a re ho yena: “Moporofeta wa Modimo, kgosi e o laela hore o theohe.” Empa Elia a araba molaodi eo wa ba mashome a mahlano, a re: “Haeba ke fela ke le moporofeta wa Modimo, mollo a o ke o theohe lehodimong, o o fedise, wena le bahlabani ba hao ba mashome a mahlano.” Mollo wa theoha lehodimong, wa mo fedisa mmoho le bahlabani ba hae ba mashome a mahlano. Kgosi ya boela ya roma molaodi e mong wa bahlabani ba mashome a mahlano, le bahlabani ba hae. Molaodi eo le yena a fihla a re ho Elia: “Oho, moporofeta wa Modimo, taelo ya kgosi ke ena: Theoha kapelepele! ” Empa Elia a mo araba, a re: “Haeba ke fela ke le moporofeta wa Modimo, mollo a o ke o theohe lehodimong, o o fedise mmoho le bahlabani ba hao.” Mollo wa Modimo wa theoha lehodimong, wa mo fedisa mmoho le bahlabani ba hae ba mashome a mahlano. Yaba kgosi e boela e roma molaodi wa boraro, wa ba mashome a mahlano. Molaodi enwa wa boraro a nyoloha, a fihla a kgumama kapele ho Elia, a mo rapela, a re: “Oho, moporofeta wa Modimo, ke a o rapela: Ako nqenehele, o qenehele le bahlanka bana ba hao ba mashome a mahlano. Mollo o se o ile wa theoha lehodimong, wa fedisa balaodi ba babedi ba pele, mmoho le bahlabani ba bona ba mashome a mahlano sehlopheng ka seng; ka baka leo, ke a o kopa: Ako nqenehele.” Lengeloi la Morena la re ho Elia: “Theoha le yena, o se ke wa mo tshaba.” Yaba Elia o a phahama, o theohela le molaodi eo ho kgosi. Elia ha a fihla ho kgosi, a re: “Morena o buo tjena: Kahobane o rometse maqosa ho ya disetsa ho Baale-Sebube, modimo wa Ekerone, jwalokaha eka naheng ena ya Iseraele ha ho na Modimo eo o ka mmotsang, o ke ke wa hlola o tsoha diphateng tsa hao; ke a o tiisetsa o tla shwa! ” Akasiya a shwa ho ya ka polelo eo Morena a neng a e bue ho Elia. Kaha Akasiya a ne a se na mora, Jorame, ngwanabo, a mo hlahlama, e le ka selemo sa bobedi sa puso ya Jehorame, mora wa Jehoshafate, kgosi ya Juda. Diketso tse ding tseo Akasiya a ileng a di etsa, di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Iseraele. Mohla Morena a tla nkela Elia lehodimong ka setsokotsane, Elia o ne a ntse a tsamaya le Elisha, ba etswa Gilegale. Yaba Elia o re ho Elisha: “Ke a o rapela: Sala mona, hobane Morena o nthomile Bethele.” Empa Elisha a re ho yena: “Ke hlapanya ka Morena ya phelang, le ka wena, hore nke ke ka kgaohana le wena.” Kahoo ba theohela Bethele. Sehlopha sa baporofeta, se neng se le moo Bethele, sa kgahlanyetsa Elisha, sa re ho yena: “Na o a tseba hore hona kajeno Morena o tla o amoha monga hao?” Elisha a re ho bona: “E, ke a tseba. Kgutsang!” Elia a re ho Elisha: “Elisha, sala mona, ke a o rapela, hobane Morena o nthomile Jeriko.” Empa Elisha a re: “Ke hlapanya ka Morena ya phelang, le ka wena, hore nke ke ka kgaohana le wena.” Yaba ba ya Jeriko. Sehlopha sa baporofeta, se neng se le moo Jeriko, sa kgahlanyetsa Elisha, sa re ho yena: “Na o a tseba hore hona kajeno Morena o tla o amoha monga hao?” Elisha a re ho bona: “E, ke a tseba. Kgutsang!” Yaba Elia o re ho Elisha: “Ke a o rapela: Sala mona, hobane Morena o nthomile Jorodane.” Elisha a re: “Ke hlapanya ka Morena ya phelang, le ka wena, hore nke ke ka kgaohana le wena.” Ba tswela pele bobedi ba bona. Banna ba mashome a mahlano, ba sehlopha sa baporofeta, ba ema sebakana, ba tadima ha ba babedi bao ba ema pela Jorodane. Elia a hlobola seaparo sa hae, a se phutha, mme a phutla metsi ka sona. Metsi a arohana, mme bobedi ba bona ba tshela mobung o ommeng. Ha ba se ba tshetse, Elia a re ho Elisha: “Kopa seo o ratang hore ke o etsetse sona ke eso tloswe ho wena.” Elisha a re: “Ke a o rapela: Ako nnee karolo ya matla a hao, ke tle ke be mohlahlami wa hao.” Elia a re ho yena: “O kopile ntho e thata. Leha ho le jwalo, haeba o ka mpona ha ke tloswa ho wena, kopo ya hao e tla phethahatswa, empa haeba o ke ke wa mpona, e ke ke ya phethahala.” Yare ha ba ntse ba tsamaya, ba buisana, ba bona ho hlaha kariki ya ntwa e tukang malakabe, a hulwang ke dipere tse tukang malakabe, ya fihla ya kena pakeng tsa bona. Elia a nyollelwa lehodimong ka setsokotsane. Ha Elisha a bona hona a howeletsa, a re: “Ntate! Ntate! Wena mohlabanedi le thebe ya Iseraele!” Yare ha a se a sa mmone, a tshwara diaparo tsa hae, a di tabola ka lehare. Elisha a nka seaparo sa Elia, se ileng sa wa, yaba o a kgutla, o fihla a ema hodima lebopo la Jorodane. A nka sona seaparo seo sa Elia, se ileng sa wa, a phutla metsi ka sona, a re: “O hokae Morena Modimo wa Elia?” Elisha le yena ha a phutla metsi, metsi ao a arohana, mme a tshela. Ha sehlopha sane sa baporofeta ba neng ba dula Jeriko, ba neng ba ntse ba mo shebile, ba bona hoo, ba re: “Matla a Elia a theohetse hodima Elisha.” Ba tla ho mo kgahlanyetsa, ba obamela fatshe kapele ho yena. Ba re ho yena: “Bona mona, rona bahlanka ba hao re na le banna ba mashome a mahlano ba dinatla. Re a o rapela: Ako ba dumelle ba yo batla monga hao. Mohlomong Moya wa Modimo o ile wa mo nkela hodimo, wa ya mo lahlela hodima thaba e nngwe, kapa kahara kgohlo e nngwe.” Empa Elisha a re ho bona: “Le se ke la ba roma!” Ha ba ntse ba mo qopheletse, ho fihlela a be a hlajwa ke dihlong, a re: “Ba romeng!” Ka lebaka leo, ba roma banna ba mashome a mahlano. Ba mmatla ka matsasi a mararo, empa ba se ke ba mo fumana. Ha ba boetse ba kgutlela ho Elisha, ya neng a ntse a setse Jeriko, a re ho bona: “Na ha ke a ka ka re ho lona: Se keng la ya?” Banna ba motse wa Jeriko ba re ho Elisha: “Jwalokaha le wena, monga rona, o bona, motse ona o dutse botleng, empa metsi a oona a mabe, le naha ena ke letswatlare.” Elisha a re ho bona: “Ntlisetseng sekotlolo se setjha, le tshele letswai ka ho sona.” Ba mo tlisetsa sona. A ya mohloding wa sediba, a tshela letswai ka ho oona, a re: “Morena o bua tjena: Ke ngakile metsi ana. Ho tloha jwale a ke ke a hlola a bolaya, kapa a etsa hore naha e be letswatlare. ” Ho ya ka polelo eo Elisha a neng a e bue, metsi ao haesale a ngakeha ho fihlela kajeno-ya-bokajeno. Ho tloha moo Elisha a nyolohela Bethele. Ha a ntse a nyoloha ka tsela, bashanyana ba tswang motseng ba mo soma, ba re ho yena: “Nyoloha, ralefatla towe! Nyoloha, ralefatla towe!” A reteleha, a ba tadima, a ba rohaka ka lebitso la Morena. Dibere tse pedi tse tshehadi, tsa tswa morung, tsa harola ba mashome a mane a metso e mmedi ba bashanyana bao. Ho tloha moo a ya thabeng ya Karamele, mme ha a tloha teng a kgutlela Samaria. Ka selemo sa leshome le metso e robedi sa puso ya Jehoshafate, kgosi ya Juda, Jorame, mora wa Akabe, a qala ho busa naha ya Iseraele, a le Samaria. A busa ka dilemo tse leshome le metso e mmedi. A etsa bobe mahlong a Morena, le hoja bo sa ka ba ba bokaalo ka ba ntatae le ba mmae. O ile a tlosa sefika sa Baale, seo ntatae a neng a se hlomme. Leha ho le jwalo, a nna a kgomarela sebe seo Jeroboame, mora wa Nebate, a neng a etse hore Baiseraele ba sitelwe Morena ka sona. Mesha, kgosi ya Moabe, e ne e le morui wa dinku. Ka selemo se seng le se seng o ne a ntshetsa kgosi ya Iseraele lekgetho ka dikonyana tse dikete tse lekgolo, le ka boya ba dipheleu tse dikete tse lekgolo. Empa hoba Akabe a shwe, kgosi ya Moabe ya fetohela kgosi ya Iseraele. Yaba kgosi Jorame o tloha Samaria, o kgobokanya mabotho wohle a Iseraele. A romela molaetsa ho Jehoshafate, kgosi ya Juda, a re: “Kgosi ya Moabe e mphetohetse; na re tla ya le wena ho ya futuhela Bamoabe?” Kgosi ya Juda ya re: “Ke tla ya. Rona le wena re ntho e le nngwe; setjhaba sa ka ke setjhaba sa hao, le dipere tsa ka ke dipere tsa hao.” Jehoshafate a ba a botsa, a re: “Re tla nka tsela efe ha re futuha?” Jorame a araba, a re: “Re tla nka tsela ya lehwatata la Edomo.” Jwale dikgosi tsa Iseraele, le Juda, le Edomo, tsa tsamaya leeto la matsatsi a supileng, metsi a nowang ke bahlabani le diphoofolo a ba a fela. Yaba kgosi ya Iseraele e re: “Jo! Morena o bitsitse dikgosi tsena tse tharo ho tla neelana ka tsona matsohong a kgosi ya Moabe!” Jwale Jehoshafate a re: “Na moporofeta wa Morena ha a yo moo, eo re ka reng a re botsete ho Morena?” E mong wa bahlanka ba kgosi ya Iseraele a araba, a re: “Elisha, mora wa Shafate, o teng mona. Ke yena eo e neng e le mosebeletsi wa Elia.” Jehoshafate a re: “Elisha ke moporofeta wa Morena.” Yaba dikgosi tsa Iseraele, le Juda, le Edomo, di theohela ho yena. Elisha a re ho kgosi ya Iseraele: “O nkene kang? Tsamaya, o yo botsa baporofeta ba ntatao, le baporofeta ba mmao!” Empa kgosi ya Iseraele ya re ho yena: “Tjhe, ke Morena ya bitsitseng dikgosi tsena tse tharo ho tla neelana ka tsona matsohong a kgosi ya Moabe.” Elisha a re: “Ka Morena wa mabotho, ya phelang, eo ke mo sebeletsang, hoja e ne e se ka baka la hobane ke hlompha Jehoshafate, kgosi ya Juda, le ho o sheba ke ne nke ke ka o sheba. Ntlisetseng seletsi sa harepa!” Yare ha seletsi se ntse se letsa harepa ya sona, matla a Morena a theohela hodima Elisha, mme a re: “Morena o bua tjena: Tjheka mekoti kahara kgohlo ena. Hape Morena o bua tjena: Le ke ke la bona moya kapa pula, empa kgohlo ena yona e tla tlala metsi, e le hore le tle le nwe, lona le diphoofolo tsa lona, le dipelesa tsa lona. Mahlong a Morena hona ke ntho e nyenyane, hobane Morena o tla neelana ka Bamoabe matsohong a lona. Le tla timetsa metse yohle e nang le diqhobosheane, le metse yohle ya ditletle le reme le difate tsohle tse ntle, le kate didiba tsohle, le senye le masimo a matle ka ho hasanya majwe hara wona.” Ka la hosasane, ka nako ya ha ho etswa nyehelo ya dijo, ba bona metsi a hlaha, a etswa nqa Edomo, mme naha ya tlala metsi. Ha Bamoabe bohle ba utlwa hore dikgosi di nyolohile ho tla ba futuhela, ba kgobokanya bohle ba neng ba ka nka dihlomo, ho tloha ho ba banyenyane, ho ya fihla ho ba baholo, mme ba fihla ba hloma meeding. Ba tsoha e sa le ka madungwadungwana, mme ha letsatsi le phatsima hodima metsi, Bamoabe ba bona metsi a kapele ho bona a le mafubedu, a re tlere! Yaba ba re: “Hona ke madi! Ruri dikgosi tsena di lwantshane, tsa bolayana. He! Bamoabe, lelobelo ke leo!” Ha Bamoabe ba fihla diahelong tsa Baiseraele, Baiseraele ba raoha, ba futuhela Bamoabe, hoo Bamoabe ba bileng ba baleha. Empa Baiseraele ba tsamaya ba ntse ba ba etsa mofela ho ya fihla naheng ya habo bona. Ba heletsa metse, mme masimong wohle a matle monna ka mong a akgela lejwe la hae, masimo ao a tlala majwe. Ba kata didiba tsohle, ba rema le difate tsohle tse ntle. Ke motse wa Kire-Harese feela o sa kang wa heletswa; leha ho le jwalo, bo-ramatjeketjane ba o potapota, ba o ruthutha ka majwe. Ha kgosi ya Moabe e bona hore e imelwa ke ntwa, ya nka banna ba makgolo a supileng ba disabole, hore ba phunyeletse ho ya fihla ho kgosi ya Edomo, empa ba sitwa. Jwale kgosi ya Moabe ya nka mora wa yona wa matsibolo, ya neng a tla e hlahlama, ya etsa nyehelo ya setjheso ka yena hodima lerako. Baiseraele ba kenwa ke letswalo hoo ba ileng ba tloha motseng oo, ba kgutlela naheng ya habo bona. Mosadi e mong, eo monna wa hae e neng e le e mong wa sehlopha sa baporofeta, a fihla ho Elisha, a re: “Mohlanka wa hao, e leng monna wa ka, o shwele. O a tseba hore mohlanka eo wa hao o ne a hlompha Morena. Jwale motho eo monna wa ka a neng a nkile molato ho yena, o tlile ho tla nka bara ba ka ba babedi, ho ya ba etsa makgoba a hae.” Elisha a re ho yena: “Nka o thusa kang? Ako mpolelle: O na le eng ka tlung ya hao?” Mosadi a re: “Lekgabunyane la hao ha le sa na letho ka tlung, haese pitsana ya ole feela.” Yaba Elisha o re: “Tsamaya, o yo adima dipitsana tse sa tshelang letho, ho bohle bao o ahisaneng le bona. O hle o adime tse ngata. Ha o se o kene ka tlung ya hao, o ikwalle kateng le bara ba hao. Jwale o tshele ole ka dipitsaneng tsohle, mme pitsana e tlalang o e beelle kathoko.” Yaba mosadi eo o tloha ho Elisha, o ikwalla ka tlung le bara ba hae, ba neng ba ntse ba mo tlisetsa dipitsana, mme a tshela ole ka ho tsona. Ha dipitsana tsena di se di tletse tswete, a re ho mora wa hae: “Ntlisetse e nngwe hape.” Mora wa hae a re ho yena: “Ha ho sa na e nngwe.” Yaba ole e kgaotsa ho tswa. Mosadi eo a tla, a bolella moporofeta wa Modimo, mme yena a re: “Tsamaya, o yo rekisa ole ena, o lefe molato wa hao. Wena le bara ba hao le tla iphedisa ka e setseng.” Ka letsatsi le leng Elisha a ya Shuneme, moo ho neng ho phela mosadi ya ruileng. Mosadi eo o ne a ye a qophelle Elisha hore a ke a fumane dijo. Kamehla ha Elisha a feta moo, o ne a ye a fapohele, mme mosadi a mo phomosetse. Mosadi eo a re ho monna wa hae: “Ke hlokomela hore monna enwa ya fapohelang mona ho rona kamehla, ke monna ya halalelang wa Modimo. A re ke re hahe kamorenyana kahodima marulelo, re mmeele bethe, le tafole, le setulo, le lebone, e le hore kamehla ha a re fapohetse, a no phomola ka ho yona.” Ka letsatsi le leng Elisha a fihla moo, a kena ka kamoreng, a phomola kateng. Elisha a re ho Gehasi, mohlanka wa hae: “Ako mpitsetse mosadi eo wa Moshuneme.” Ha a se a mmitsitse, mosadi eo a fihla a ema kapele ho Elisha. Elisha a re ho mohlanka wa hae: “Ere ho yena: O ikgathaditse haholo ka ho re hlokomela; re ka o etsetsa eng? Na o na le seo re ka o buellang ka sona ho kgosi, kapa ho molaodi wa mabotho? ” Mosadi a araba, a re: “Ha ke tletlebiswe ke letho hara setjhaba sena sa heso.” Elisha a re: “Jwale re ka mo etsetsa eng?” Gehasi a re: “Ha a na ngwana, le monna wa hae o se a tsofetse.” Elisha a re: “Mmitse hape!” Ha a se a mmitsitse, mosadi eo a ema monyako. Elisha a re: “Isao, ka yona nako ena, o tla be o ena le mora.” Mosadi a re: “Wee, mong aka, moporofeta wa Modimo, se ke wa thetsa lekgabunyane la hao.” Empa mosadi eo a ithwala, mme ka yona nako eo, ka selemo se hlahlamang, a beleha mora, jwalokaha Elisha a ne a ile a mmolella. Ka letsatsi le leng, ha ngwana a se a hodile, a tsamaya, a ya ho ntatae, ho bakotudi. A re ho ntatae: “Hlooho ya ka e a opa! Hlooho ya ka e a opa!” Ntatae a re ho mohlankanyana e mong: “Mo ise ho mmae!” Mohlankanyana eo a mo nka, a mo isa ho mmae. Mmae a mo sika ho fihlela hara mpa ya motsheare, mme yaba o a shwa. Mosadi enwa a mo isa kamoreng ya Elisha, a mmea betheng ya moporofeta eo wa Modimo, a tswa, a mo kwalla ka tlung. A bitsa monna wa hae, a re: “Ke a o kopa: Ako nthomelle e mong wa bahlankana, le e nngwe ya ditonki, nke ke potlakele ho moporofeta wa Modimo, ke be ke kgutle.” Monna wa hae a re: “Ke ka lebaka lang o yang ho yena kajeno? Kgwedi ha ya tshwasa, ebile hase Sabatha!” Mosadi a re: “Ho lokile!” A qhanehelwa tonki, mme a re ho mohlanka wa hae: “Kganna tonki. O hle o tsamaye, o se ke wa hata butle, haese haeba ke o bolella jwalo.” Yaba o a tsamaya, mme a fihla ho moporofeta wa Modimo, thabeng ya Karamele. Moporofeta wa Modimo a mmona a sa le hole, mme a re ho Gehasi, mohlanka wa hae: “Bona mosadi wa Moshuneme ke yane! Ke a o kopa: Matha o mo kgahlanyetse, mme o re ho yena: O phela jwang? Monna wa hao yena o phela jwang? Ngwana yena o phela jwang? ” Mosadi a araba, a re: “Hantle!” Ha mosadi a fihla thabeng, ho moporofeta wa Modimo, a mo tshwara maotong. Gehasi a re o a mo tlosa, empa moporofeta wa Modimo a re: “Mo tlohele; o tshwenyehile haholo. Morena o mpatetse taba ena, ha a ya mpolella yona.” Yaba mosadi o re: “Na nkile ka kopa ngwana ho monga ka! Na ha nka ka re: O se ke wa nthetsa?” Elisha a re ho Gehasi: “Itlame letheka, o nke molamu wa ka, o tsamaye. Ha o ka kopana le motho, o se ke wa mo dumedisa; haeba motho a ka o dumedisa, o se ke wa mo arabela. O fihle o bee molamu wa ka hodima sefahleho sa ngwana.” Yaba mma ngwana o re ho Elisha: “Ke hlapanya ka Morena ya phelang, le ka wena, hore nke ke ka kgaohana le wena.” Elisha a ema, a latela mosadi eo. Gehasi a ba etella pele, mme ha a fihla a bea molamu hodima sefahleho sa ngwana, empa ngwana a se ke a bua, kapa a hlasimoloha. Ka baka leo, Gehasi a kgutla ho ya kgahlanyetsa Elisha, mme a mmolella, a re: “Ngwana ha a ya tsoha.” Ha Elisha a kena ka tlung a fumana ngwana a le hodima bethe ya hae, a shwele. Yaba o a kena, o ikwalla le ngwana, o rapela Morena. A hlwella betheng, a paqama hodima ngwana, a bea molomo wa hae molomong wa ngwana; mahlo a hae a eba hodima mahlo a ngwana, le matsoho a hae a eba hodima matsoho a ngwana. A paqama hodima ngwana, mme ngwana a qala ho futhumala. Elisha a ema, a nna a tsamaya kahara ntlo. A boela a hlwella betheng, a paqama hodima ngwana, mme ngwana a thimola hasupa, yaba o a tutuboloha. Elisha a bitsa Gehasi, a re: “Bitsa mosadi yane wa Moshuneme.” Gehasi a mmitsa. Hoba mosadi eo a kene kamoo Elisha a neng a le kateng, Elisha a re ho yena: “Nka mora wa hao.” Mosadi a itihela maotong a Elisha, a obamela fatshe, a nka mora wa hae, a tswa. Elisha a boela a kgutlela Gilegale, mme a fumana naha e aparetswe ke tlala. Ha sehlopha sa baporofeta se ntse se dutse kapele ho yena, Elisha a re ho mohlanka wa hae: “Tlhatleha pitsa e kgolo, o phehele sehlopha sena sa baporofeta lesheleshele.” E mong wa bona a ya naheng ho ya kga moroho. A fumana monyaku, a kga ditholwana tsa wona, tsa tlala seaparo sa hae, a fihla a o kgabella ka pitseng ya lesheleshele, hobane ba ne ba sa o tsebe. Ba qhatsetsa banna bao hore ba ke ba habole. Ha ba qala ba habola lesheleshele leo, ba howa, ba re: “Oho, moporofeta wa Modimo, ba re tsheletse!” Yaba ha ba sa le habola. Moporofeta a re: “Tlisang phofo!” A faha pitsa ka phofo eo, mme a re: “Qhatsetsa batho bana, ba habole!” Lesheleshele le ne le se le se na kotsi. Monna e mong a fihla, a etswa Baale-Shalesha, a tliseditse moporofeta wa Modimo bohobe ba dilopotsiya, e le dinkgwa tsa harese tse mashome a mabedi, le diako tsa koro, a di kentse kahara seroto sa hae. Elisha a re: “Di fe batho bana, ba je.” Empa mohlanka wa hae a re: “Dijo tse kaalenyana tsee, ke tla di abela banna ba lekgolo jwang?” Elisha a pheta, a re: “Di fe batho bana, ba je, hobane Morena o bua tjena: Ba tla ja, ba be ba di siye. ” Yaba o ba abela tsona. Ba eja, ba ba ba di siya, ho ya kamoo Morena a ileng a bua kateng. Naamane, molaodi wa lebotho la kgosi ya Arame, e ne e le motho e moholo, wa bohlokwa, ho monga hae, hobane ke ka yena Morena a ileng a lopolla Arame. E ne e le mohale wa senatla, feela e le molepera. Baarame ba ne ba ile ba futuha ka mabothwana a bona, ba tla ba thopile morwetsanyana wa Moiseraele, mme ya eba yena ya sebeletsang mohatsa Naamane. Morwetsanyana a re ho mofumahadi wa hae: “Ha monga ka a ne a ka ya ho moporofeta ya phelang Samaria, o ne a tla mo fodisa lepera lena la hae.” Naamane a kena ka ho monga hae, a mmolella, a re: “Morwetsanyana enwa ya tswang naheng ya Iseraele o bua tjena.” Kgosi ya Arame ya re: “Tsamaya, o ye hona teng, mme nna ke tla ngolla kgosi ya Iseraele.” Naamane a tsamaya a nkile silefera e etsang boima ba dikilo tse makgolo a mararo le mashome a mane, le kgauta e etsang boima ba dikilo tse mashome a supileng, le mefuta e leshome ya diaparo tse ntle. A tlisetsa kgosi ya Iseraele lengolo le reng: “Ha lengolo lena le fihla ho wena, tseba hore ke rometse Naamane, mohlanka wa ka, ho wena, hore o mo fodise lepera leo la hae.” Ha kgosi ya Iseraele e se e badile lengolo lena, ya hahola diaparo tsa yona, ya re: “Na nna ke Modimo ya ka bolayang a ba a phedisa, ha e le moo monna eo a nthomella motho eo hore ke mo fodise lepera? Ke a le kopa: Shebang taba ena hantle. Na ha le bone hore motho eo o mpatla ntwa!” Yare ha Elisha a utlwa hore kgosi ya Iseraele e hahotse diaparo tsa yona, a romela molaetsa ho yona, a re: “Ke ka baka lang ha o hahotse diaparo tsa hao? Ere motho eo a tle ho nna mona hona jwale, mme o tla tseba hore ho na le moporofeta naheng ena ya Iseraele.” Yaba Naamane o tla ka dipere tsa hae, le ka kariki ya hae ya ntwa, o fihla a ema kapele ho monyako wa ntlo ya Elisha. Elisha a roma leqosa ho yena, a re: “Tsamaya, o yo tola hasupa ka nokeng ya Jorodane, mme nama ya hao e tla hloma, ebe o a fola.” Empa Naamane a halefa, a tsamaya a ntse a re: “A ke le boneng! Ke ne ke hopotse hore motho enwa o tla tla ka seqo, a tlo ema kapele ho nna, a rapele Morena Modimo wa hae, mme ka letsoho la hae a pholle moo lepera le leng teng, ebe le a fola. Na metsi a dinoka tsa Damaseka, bo-Abana le Parapara, ha a a hlweka ho feta metsi wohle a naha ya Iseraele? Na nke ke ka tola ho tsona, yaba ke a fola?” Naamane a kgutla, a tsamaya a halefile. Empa bahlanka ba hae ba atamela pela hae, ba bua le yena, ba re: “Ntate we, ha moporofeta a ne a o laetse hore o etse ntho e kgolo, na o ne o ke ke wa e etsa? Jwale ho bonolo hakaakang ha a re feela ho wena: Tola, mme o tla fola! ” Ka hona a theoha, a qwela hasupa ka nokeng ya Jorodane, ho ya ka polelo ya moporofeta wa Modimo. Nama ya hae ya boela ya hloma, ya tshwana le ya ngwana wa lesea, yaba o a fola. Jwale a kgutlela ho moporofeta wa Modimo, a ena le sehlopha sohle sa hae, a fihla a ema kapele ho yena, a re: “Jwale ke a tseba hore lefatsheng lohle ha ho na Modimo, haese naheng ya Iseraele feela. Ka baka leo, ke a o rapela: Amohela mpho ya teboho, e tswang ho mohlanka wa hao.” Empa Elisha a re: “Ka Modimo ya phelang, eo ke mo sebeletsang, nke ke ka amohela letho!” Naamane a mo qophella hore a e nke, empa Elisha a hana. Jwale Naamane a re: “Ke a o rapela he: Ako nee mohlanka wa hao moqeqeko wa mobu o lekaneng ho beleswa dimmeileng tse pedi, hobane ho tloha jwale mohlanka wa hao a ke ke a hlola a etsetsa modimo o mong nyehelo ya setjheso, kapa mahlabelo, haese Morena feela. Feela Morena a ke a tshwarele mohlanka wa hao ntho ena: Ha monga ka a kena ka tempeleng ya Rimone ho ya rapela, a itshetlehile ka letsoho la ka, mme nna ke obamela fatshe ka tempeleng ya Rimone, Morena a ke a tshwarele mohlanka wa hao ntho ena.” Yaba Elisha o re ho yena: “Itsamaele ka kgotso.” Naamane a tsamaya sebakana ho tloha ho Elisha. Jwale Gehasi, mohlanka wa Elisha, moporofeta wa Modimo, a re: “Monga ka o hauhetse Naamane enwa wa Moarame, ka ho hana ho amohela seo a neng a tlile le sona. Empa ka Morena ya phelang, ke tla matha kamora hae, ke yo nka ho hong ho yena.” Yaba Gehasi o sala Naamane morao. Ha Naamane a bona a etla a matha, a theoha kariking ya hae ya ntwa, a mo Kgahlanyetsa, a re: “Molato keng?” Gehasi a re: “Ha ho molato. Monga ka o nthomile ho wena, o re: Hona jwale ho tswa fihla mona ho nna bahlankana ba babedi ba sehlopha sa baporofeta, ba tswang naheng e maralla ya Efraime. Ke a o rapela: Ako ba fe silefera e etsang boima ba dikilo tse mashome a mararo le metso e mene, le mefuta e mmedi ya diaparo tse ntle. ” Yaba Naamane o re: “Ke a o rapela: Nka silefera e etsang boima ba dikilo tse mashome a tsheletseng le metso e robedi.” A mo qophella hore a e nke. A kenya silefera eo ka mekotlaneng e mmedi, a e tlama. A nka le mefuta e mmedi ya diaparo tse ntle, mme tsena tsohle a di jarisa bahlanka ba hae ba babedi, ba eteletse Gehasi pele. Ha ba fihla Ofele, Gehasi a di nka ho bona, a di kenya ka tlung. A re banna bao ba tsamaye, mme ba tsamaya. Gehasi a kena ka tlung, a ema kapele ho monga hae. Elisha a re ho yena: “O tswa kae Gehasi?” Gehasi a re: “Ha ho moo mohlanka wa hao a kileng a ya teng.” Empa Elisha a re ho yena: “Ha o tsebe hore ke ne ke ntse ke tsamaya le wena ka moya, ha monna elwa a theoha kariking ya hae ya ntwa, a o kgahlanyetsa? Na nako ee ke ya ho amohela tjhelete, le ya ho amohela diaparo, le meru ya mohlwaare, le dirapa tsa morara, le dinku, le dipholo, le bahlanka, le makgabunyane? Ka lebaka lena, lepera la Naamane le tla o kgomarela, le kgomarele le ditloholo tsa hao kamehla yohle.” A tloha kapele ho Elisha e le molepera, a le mosweu jwaloka lehlwa. Sehlopha sa baporofeta sa re ho Elisha: “Bona mona, sebaka seo rona le wena re phelang ho sona ha se re lekane. Re a o kopa: Ako re dumelle re ye Jorodane, mme motho ka mong a reme sefate, re ikgahele moo re tla dula teng.” Elisha a araba, a re: “Eyang!” E mong wa bona a re: “Ke a o kopa: Ako ye le bahlanka ba hao.” Yena a araba, a re: “Ke tla ya.” Yaba a ya le bona. Ha ba fihla Jorodane, ba rema difate. Empa yare ha e mong a ntse a ratha sefate, selepe sa pshemoha mofenng, sa wela ka metsing. Eo a howa, a re: “A nna elwa, monga ka! Selepe sena se ne se adimilwe!” Moporofeta wa Modimo a re: “Se wetse hokae?” Eo a mmontsha moo se wetseng teng. Elisha a rema thupa, a e akgela hona moo, mme selepe sa phaphamala hodima metsi. Yaba Elisha o re: “Se nke!” Monna eo a nanabetsa letsoho, a se nka. Ha kgosi ya Arame e ntse e lwantshana le Baiseraele, yaba e eletsana le bahlanka ba yona, e re: “Ke tla hloma diahelo tsa ka sebakeng se itseng.” Jwale moporofeta wa Modimo a ya ho kgosi ya Iseraele, a re: “Hlokomela, o se ke wa feta sebakeng se itseng, hobane Baarame ba tla theoha le hona moo.” Kgosi ya Iseraele ya romela molaetsa ho baahi ba sebaka seo, seo moporofeta wa Modimo a mmoleletseng sona, hore ba dule ba itebetse, kgosi e tle e pholohe. Hona ho ile ha etsahala ka makgetlo a mangata, e seng hanngwe kapa habedi feela. Ka baka lena, ntho ena ya tshwenya kgosi ya Arame haholo; yaba e bitsa bahlanka ba yona, e re ho bona: “Mpolelleng hore na ke ofe, hara rona, ya ka lehlakoreng la kgosi ya Iseraele!” E mong wa bahlanka ba kgosi, a re: “Ha a yo, monga ka, kgosi ya ka! Ke Elisha, moporofeta wa Iseraele, ya bolellang kgosi ya Iseraele seo o se buang ka lekunutu.” Kgosi ya re: “Tsamayang, le yo batla hore na o hokae, ke tle ke yo mo tshwara!” Kgosi ya bolellwa, ha thwe: “O motseng wa Dotane.” Ka baka lena, kgosi ya ntsha dipere, le dikariki tsa ntwa, le lebotho le leholo. La fihla motseng oo wa Dotane e le bosiu, la o etsetsa sakana-la-nkope. Ha mohlanka wa moporofeta wa Modimo a tsoha e sa le ka matjeke, a etswa ka tlung, a bona lebotho la bahlabani ba dipere, le ba dikariki, le etseditse motse sakana-la-nkope. Mohlanka enwa a re ho moporofeta: “A rona bale, monga ka! Re tla etsa jwang?” Moporofeta a mo araba, a re: “O se ke wa tshaba. Ba ka lehlakoreng la rona ba bangata ho feta ba ka lehlakoreng la bona.” Yaba Elisha o a rapela, o re: “Morena, ke a o rapela: Ako tutubolle mahlo a mohlankana enwa, hore a bone.” Morena a tutubolla mahlo a mohlankana eo, a bona thaba eo Elisha a leng ho yona e tletse dipere le dikariki tsa ntwa tse tukang malakabe, di potapotile Elisha. Ha Baarame ba seohela Elisha, yaba o rapela Morena, o re: “Ke a o rapela: Ako foufatse batho bana.” Morena a ba foufatsa ho ya ka thapelo ya Elisha. Yaba Elisha o re ho bona: “Tsela ena hase yona, le motse ona hase oona. Ntateleng, mme ke tla le isa ho motho eo le mmatlang.” Empa a ba isa Samaria. Yare ha ba fihla Samaria, Elisha a re: “Morena, foufolla batho bana, ba boele ba bone.” Morena a ba foufolla, ba boela ba bona. Ba iphumana ba se ba le kahara Samaria. Ha kgosi ya Iseraele e ba bona, ya re ho Elisha: “Ntate, ke ba bolaye? Ke ba bolaye?” Elisha a araba, a re: “O se ke wa ba bolaya. Na bao o ba thopileng ka sabole ya hao, le ka seqha sa hao, o ka ba bolaya? Ba fe dijo le metsi, ba je, ba nwe, ba nto kgutlela ho monga bona.” Kgosi ya ba etsetsa mokete o moholo wa dijo. Ha ba se ba jele, ba nwele, ya re ba tsamaye, mme ba kgutlela ho monga bona. Yaba mara a Arame ha a sa hlola a futuhela naha ya Iseraele. Kamora tsena, Bene-Hadade, kgosi ya Arame, a kgobokanya mabotho wohle a hae, a nyoloha, a fihla a etsetsa Samaria thibella. Tlala e kgolo ya eba teng moo Samaria. Ba thibella Samaria ho fihlela ha hlooho ya tonki e ba e rekiswa silefera e etsang boima ba kilo, mme moroho o bitswang masepa a leeba, o etsang boima ba dikeramo tse makgolo a mabedi, o rekiswa silefera e etsang boima ba dikeramo tse mashome a mahlano a metso e mehlano. Ka tsatsi le leng ha kgosi e ntse e tsamaya hodima lerako la motse, mosadi e mong a e howeletsa, a re: “Monga ka, kgosi ya ka, nthuse hle!” Kgosi ya re: “Haeba Morena a sa o thuse, nna nka o thusa ka eng? Ha ke na koro kapa veine!” Kgosi ya boela ya re ho yena: “O jewa keng?” Mosadi eo a araba, a re: “Mosadi enwa o itse ho nna: Tlisa ngwana wa hao, re mo je kajeno; hosasane re tla ja wa ka! Ra fela ra pheha ngwana wa ka, ra mo ja. Ka la hosasane ka re ho yena: Tlisa ngwana wa hao, re mo je; empa jwale o patile ngwana wa hae.” Ha kgosi e utlwa dipolelo tsa mosadi enwa ya hahola diaparo tsa yona. Ha e ntse e tsamaya hodima lerako, batho ba tadima, mme ba bona hore kgosi e apere seaparo se mahwashe. Jwale kgosi ya re: “Modimo a nketse tjena le tjena, le ho feta mona, haeba hona kajeno nke ke ka kgaola hlooho ya Elisha, mora wa Shafate.” Empa Elisha o ne a ntse a ituletse ka tlung ya hae, a ena le baholo ba setjhaba. Kgosi ya roma monna ho Elisha, ho e etella pele, empa yare monna eo a eso ka a fihla ho Elisha, yaba Elisha o re ho baholo ba setjhaba: “Na le bona kamoo monna eo wa mmolai a rometseng motho ho tla kgaola hlooho ya ka kateng? Bonang mona: E tle ere ha leqosa leo le fihla, le kwale monyako, le le kwalle kantle. Na hoo hase diqi tsa monga lona, ya ntseng a le setse morao?” Yare a sa ntsane a bua le bona, ba bona kgosi e se e fihla ho bona, e re: “Bonang, bomadimabe bona re bo tliseditswe ke Morena! Nka hlola ke sa lebella eng ho Morena?” Yaba Elisha o re: “Mamela mantswe a Morena! O bua tjena: Hosasane, ka yona nako ena, mono kgorong ya motse wa Samaria, dikilo tse tharo tse phofo e thumisehileng ya koro, di tla be di rekiswa tjhelete ya silefera e etsang boima ba dikeramo tse leshome le motso o mong, le dikilo tse tsheletseng tsa phofo ya harese di rekiswe tjhelete ya silefera e etsang boima ba dikeramo tse leshome le motso o mong. ” Jwale lehosana leo kgosi e neng e itshetlehile ka lona la araba moporofeta wa Modimo, la re: “Hona ho ke ke ha etsahala, esita leha Morena a ka nesa pula hona jwale!” Elisha a re: “Mamela mona! Hoo o tla ho bona ka mahlo a hao, empa dijo tseo wena o ke ke wa di ja!” Ho ne ho ena le banna ba bane, ba tshwerweng ke lepera, ba dutse kgorong ya motse. Banna bao ba buisana, ba re: “Na re tla dula moo ho fihlela re eshwa? Ha re ka re: Re tla kena ka motseng, tlala e teng ka motseng, re tla shwela teng. Le teng ha re dula mona, re tla nne re shwe. Ka baka lena tloong, re itahleleng hara lebotho la Baarame. Haeba lebotho leo le ka re pholosa, re tla phela; le teng haeba le re bolaya, re tla nne re shwe!” Ka shwalane banna bao ba ema, ba ya diahelong tsa Baarame. Ha ba fihla qetheng ya diahelo tsa Baarame, ba fumana ho se na motho. Morena o ne a ile a etsa hore lebotho la Baarame le utlwe eka ho na le lerata la dikariki tsa ntwa, le lekitikiti la dipere, le modumo wa lebotho le leholo. Ke ha ba buisana, ba re: “Bonang, kgosi ya Iseraele e hirile dikgosi tsa Bahete le dikgosi tsa Baegepeta ho tla re lwantsha.” Ka baka leo, ha shwalane e tshwara, ba baleha, ba siya ditente tsa bona, le dipere tsa bona, le ditonki tsa bona hona moo. Diahelo tsa sala di ntse di le jwalo, ba baleha hore ba ipholose. Ha balepera bana ba fihla qetheng ya diahelo, ba kena ka tenteng e nngwe; ba fihla ba eja, ba enwa, ba nka silefera, le kgauta, le diaparo, ba tsamaya, ba ya pata dintho tsena. Ba kgutlela diahelong hape, ba kena ka tenteng e nngwe hape, le teng ba thotha, ba ya pata. Yaba ba a buisana, ba re: “Kwana ha re etse hantle. Letsatsi lena ke letsatsi la ditaba tse monate, empa ha re eso bolelle motho. Haeba re ka dieha ho bolela, bosiu ba ba ba esa, re tla hlahelwa ke tsietsi. Ka baka lena, a re yeng, re yo bolella ba lelapa la kgosi.” Ke ha ba eya, ba fihla ba bitsa molebedi wa motse, ba mmolella, ba re: “Re ile ra fihla diahelong tsa Baarame, ra fumana ho se na motho, ho sa utlwahale le lentswe la motho, empa dipere tsona di ne di ntse di holehilwe, le ditonki di ntse di holehilwe, le ditente di setse di le jwalo.” Molebedi eo a bitsa balebedi ba bang, mme ba ya bolella lelapa la kgosi. Kgosi ya tsoha hara bosiu, ya re ho bahlanka ba yona: “Jwale ke tla le bolella seo Baarame ba re entseng sona. Ba a tseba hore re a lapa; ka baka leo, ba tlohile diahelong tsa bona, ba ya ipata hara naha, ba re: Etlare ha ba etswa motseng re ba tshware ba ntse ba phela, ebe re kena motseng. ” Empa e mong wa bahlanka ba kgosi a araba, a re: “Ereng ba bang ba palame dipere tse hlano tsa tseno tse ntseng di setse mona motseng, re ba rome, ba yo bona se etsahetseng. Haeba ba ka phela, ba tla tshwana le Baiseraele ba bang ba ntseng ba phela; le teng haeba ba eshwa, ba tla nne ba tshwane le Baiseraele bohle ba seng ba shwele.” Yaba ba pana dikariki tse pedi tsa ntwa, kgosi ya ba romela lebothong la Baarame, ya re: “Eyang, le yo bona.” Ba ba sala morao ho ya fihla Jorodane. Ba fumana diaparo, le dijana tseo Baarame ba ileng ba di lahla ha ba baleha, di entse mohoula tseleng. Maqosa a kgutla, a fihla a bolella kgosi. Yaba setjhaba se tswa motseng, se ya hahara tse ka ditenteng tsa Baarame. Ka baka lena, dikilo tse tharo tsa phofo e thumisehileng ya koro, tsa rekiswa tjhelete ya silefera e etsang boima ba dikeramo tse leshome le motso o mong, le dikilo tse tsheletseng tsa phofo ya harese tsa rekiswa tjhelete ya silefera e etsang boima ba dikeramo tse leshome le motso o mong, jwalokaha Morena a ne a ile a bolela. Kgosi e ne e ile ya kgetha lehosana leo e neng e itshetlehile letsohong la lona, hore e be molaodi wa kgoro ya motse. Jwale setjhaba sa le hatakella moo kgorong, la ba la eshwa, jwalokaha moporofeta wa Modimo a ne a ile a bolela, ha kgosi e ne e theohela ho yena. Ha fela ha eba jwalokaha moporofeta wa Modimo a ne a ile a bolella kgosi, a re: “Hosasane, ka yona nako ena, mono kgorong ya motse wa Samaria, dikilo tse tsheletseng tsa phofo ya harese di tla rekwa ka tjhelete ya silefera e etsang boima ba dikeramo tse leshome le motso o mong, le dikilo tse tharo tsa phofo e thumisehileng ya koro di rekwe ka tjhelete ya silefera e etsang boima ba dikeramo tse leshome le motso o mong.” Empa lehosana leo le ne le ile la araba moporofeta wa Modimo, la re: “Hona ho ke ke ha etsahala, esita leha Morena a ka nesa pula hona jwale!” Elisha o ne a ile a re ho lona: “Mamela mona! Hoo o tla ho bona ka mahlo a hao, empa wena dijo tseo o ke ke wa di ja!” Hona ha fela ha etsahala ho lehosana lena, hobane setjhaba se ile sa le hatakella moo kgorong, la ba la eshwa. Elisha o ne a ile a laela mosadi eo a neng a ile a tsosa mora wa hae bafung, a re: “Ema, o tsamaye, o falle le ba lelapa la hao, o yo jaka moo o ka jakang teng, hobane Morena o laotse hore tlala e be teng ka dilemo tse supileng.” Mosadi eo a ema, a etsa kamoo moporofeta wa Modimo a buileng kateng. A tloha le ba lelapa la hae, a ya jaka naheng ya Bafilesita ka dilemo tse supileng. Ha dilemo tse supileng di se di fetile, mosadi eo a kgutla naheng ya Bafilesita. A ya ipeha ho kgosi, hore a buseletswe ntlo ya hae le tshimo ya hae. Kgosi e ne e ntse e buisana le Gehasi, mohlanka wa moporofeta wa Modimo, a re: “Ke a o rapela: Ako mpolelle dintho tsohle tse kgolo, tseo Elisha a di entseng.” Yare a sa ntsane a bolella kgosi kamoo Elisha a neng a tsose motho bafung kateng, mosadi eo mora wa hae a neng a tsoswe bafung a fihla, a ipeha ho kgosi, hore a buseletswe ntlo ya hae le tshimo ya hae. Yaba Gehasi o re: “Monga ka, kgosi ya ka, mosadi eo ke yena enwa, le enwa ke yena mora wa hae, eo Elisha a neng a mo tsose bafung.” Ha kgosi e botsa mosadi eo, le yena a e bolella jwalo. Yaba kgosi e laela mohlanka e mong, e re ho yena: “Mmuseletse tsohle tseo e neng e le tsa hae, le tsohle tse ileng tsa kotulwa tshimong ya hae, ho qala mohla a neng a tloha naheng ena, ho fihlela jwale.” Ha Elisha a fihla Damaseka, Bene-Hadade, kgosi ya Arame, o ne a kula. Ha tsebiswa kgosi, ha thwe: “Moporofeta wa Modimo o fihlile mona.” Kgosi ya re ho Hasaele: “Nka mpho, o yo e nea moporofeta eo wa Modimo, mme a mpotsetse Morena, hore na ke tla fola.” Hasaele a ya ho moporofeta, a mo isetsa mpho ya dintho tsohle tse ntle, tsa Damaseka: E le diphahlo tse bofilweng dikameleng tse mashome a mahlano. Hasaele a fihla a ema kapele ho moporofeta, a re: “Mora wa hao, Bene-Hadade, kgosi ya Arame, o nthomile ho wena, o re: Na ke tla fola? ” Elisha a re ho yena: “Tsamaya, o yo mmolella hore o ne a ka nna a fola; leha ho le jwalo, Morena o mpontshitse hore o tla shwa.” Moporofeta wa Modimo a sitlolela Hasaele mahlo, ho fihlela a ba a hlajwa ke dihlong, mme yaba moporofeta wa Modimo o a lla. Yaba Hasaele o re: “O llelang, monga ka?” Elisha a araba, a re: “Ke hobane ke tseba sehloho seo o tla se etsetsa bana ba Iseraele. O tla tjhesa diqhobosheane tsa bona ka mollo, o bolaye bahlankana ba bona ka sabole. Masea a bona o tla a pshatlanya fatshe, baimana ba bona o ba phatlole dimpa.” Hasaele a re: “Ebe nna, mohlanka wa hao, ntja e tjee, nka etsa ntho e kgolo hakaalo?” Elisha a mo araba, a re: “Morena o mpontshitse hore wena o tla ba kgosi ya Arame.” Hasaele a tloha ho Elisha, a fihla ho monga hae. Monga hae a mmotsa, a re: “Elisha o itseng ho wena?” Hasaele a araba, a re: “O mpolelletse hore ruri o tla fola.” Ka letsatsi le hlahlamang, Hasaele a nka lesela le morumo, a le ina metsing, a bipetsa Bene-Hadade ka lona, yaba wa shwa. Hasaele ya eba kgosi sebakeng sa Bene-Hadade. Ka selemo sa bohlano, sa puso ya Jorame, mora wa Akabe, kgosi ya Iseraele, Jehorame, mora wa Jehoshafate, kgosi ya Juda, a qala ho busa. Jehorame o ne a ena le dilemo tse mashome a mararo a metso e mmedi ha a qala ho busa, mme a busa ka dilemo tse robedi, a le Jerusalema. Kahobane mosadi wa hae e ne e le moradi wa Akabe, a tsamaya mehlaleng ya dikgosi tsohle tsa Iseraele, jwalokaha ba lelapa la Akabe ba ne ba ile ba etsa, mme a etsa bobe mahlong a Morena. Leha ho le jwalo, Morena a se ke a timetsa mmuso wa Juda ka baka la Davida, mohlanka wa hae, hobane a ne a mo tshepise hore yena, le ditloholo tsa hae, ba tla busa kamehla. Ka nako eo Jehorame a neng a busa ka yona, Baedomo ba mo fetohela, ba itokolla pusong ya Juda, mme ba ikgethela kgosi. Yaba Jehorame o nka dikariki tsa hae tsohle tsa ntwa, o tshelela Saire, Baedomo ba mo etsetsa sakana-la-nkope. A tsoha hara bosiu, a ena le balaodi ba dikariki tsa ntwa, a phunyeletsa theko ya Baedomo, mme bahlabani ba hae ba balehela ditenteng tsa bona. Haesale Baedomo ba itokolla pusong ya Juda, ho fihlela kajeno-ya-bokajeno. Ka yona nako eo, Lebena le yona ya fetohela Juda. Diketso tse ding tsa Jehorame, le tsohle tseo a ileng a di etsa, di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Juda. Jehorame a shwa, a epelwa le bo-ntatae, Motseng wa Davida. Akasiya, mora wa hae, a mo hlahlama. Ka selemo sa leshome le metso e mmedi sa puso ya Jorame, mora wa Akabe, kgosi ya Iseraele, Akasiya, mora wa Jehorame, kgosi ya Juda, a qala ho busa. Akasiya o ne a ena le dilemo tse mashome a mabedi a metso e mmedi ha a qala ho busa, mme a busa ka selemo se le seng feela, a le Jerusalema. Lebitso la mmae e ne e le Ataleya, setloholo sa Omeri, kgosi ya Iseraele. Kahobane e ne e le mokgwenyana wa lelapa la Akabe, a tsamaya mehlaleng ya lelapa leo la Akabe; a etsa bobe mahlong a Morena, jwalokaha ba lelapa la Akabe ba ne ba ile ba etsa. Bo-kgosi Akasiya le kgosi Jorame, mora wa Akabe, ba ya lwantsha Hasaele, kgosi ya Arame, a le Rama e Gileade. Baarame ba ntsha Jorame dikotsi. Kgosi Jorame a kgutlela Jesereele, ho ya okwa maqeba ao a a ntshitsweng ke Baarame ha ba le Rama, moo ba neng ba lwantsha Hasaele, kgosi ya Arame. Jwale Akasiya, mora wa Jehorame, kgosi ya Juda, a theohela Jesereele ho ya hlwela Jorame, mora wa Akabe, hobane o ne a kula. Elisha, moporofeta wa Modimo, a bitsa e mong wa sehlopha sa baporofeta, a re ho yena: “Itlame letheka, o nke lenaka lena la ole, o ye Rama e Gileade. Ha o fihla teng o batle Jehu, mora wa Jehoshafate, setloholo sa Nimeshi. O kene ka tlung, o mo qolle hara balekane ba hae, o mo ise ka kamoreng e kahare. Ebe o nka lenaka lena la ole, o e tshela hodima hlooho ya hae, o re: Morena o bua tjena: Ke o tlotsitse hore o be kgosi ya Iseraele. Jwale o bule monyako, o balehe, o se ke wa dieha.” Jwale mohlankana enwa wa moporofeta, a ya Rama e Gileade. Ha a fihla teng, a fumana balaodi ba mabotho ba dutse. Yaba o re: “Monghadi, ke na le molaetsa wa hao.” Jehu a re: “Ke wa mang ha re le tjee?” Mohlankana a re: “Ke wa hao monghadi.” Jehu a ema, a kena ka tlung; mohlankana a mo tshela ka ole hloohong, a re ho yena: “Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena: Ke o tlotsitse hore o be kgosi ya setjhaba sa Morena, e leng sa Iseraele. O bolaye ba lelapa la monga hao Akabe, e le hore ke phetetse madi a bahlanka ba ka, baporofeta, le madi a bahlanka bohle ba Morena, ba bolailweng ke Jesabele. Lelapa lohle la Akabe le tla timetswa. Ke tla bolaya bohle ba batona ba lelapa la Akabe, ba ntseng ba phela naheng ya Iseraele, ebang ke makgoba kapa hase makgoba. Lelapa la Akabe ke tla le etsa seo ke neng ke se etse lelapa la Jeroboame, mora wa Nebate, le seo ke neng ke se etse lelapa la Basha, mora wa Ahiya. Dintja di tla jella setopo sa Jesabele tshimong ya Jesereele, mme ha ho ya tla mo epela. ” Yaba o bula monyako, o a baleha. Jwale Jehu a tswa, a ya ho bahlanka ba monga hae. E mong a re ho yena: “Molato keng? Lehlanya lee le tlile ho wena ka dife?” Jehu a re ho bona: “Le ntse le mo tseba, le dipuo tsa hae le a di tseba.” Yaba ba re: “Ha re di tsebe. O ne a reng?” Jehu a re: “O buile dintho tse ngata, a ba a re: Morena o bua tjena, o re: Ke o tlotsitse hore o be kgosi ya Iseraele. ” Yaba banna bohle ba hlobola diaparo tsa bona ka potlako, ba mo alla tsona hodima mehato e nyolohang, ba letsa manaka, ba re: “Jehu ke kgosi!” Jwale Jehu, mora wa Jehoshafate, setloholo sa Nimeshi, a rera Jorame. Ka nako ena bo-Jorame le Baiseraele bohle ba ne ba lebetse motse wa Rama e Gileade, hore Hasaele, kgosi ya Arame a se ke a o hapa. Empa kgosi Jorame yena o ne a kgutletse Jesereele ho ya ikoka maqeba ao a neng a a ntshitswe ke Baarame, ha a ne a lwana le Hasaele, kgosi ya Arame. Yaba Jehu o re: “Haeba le dumela jwalo, hlokomelang hore ho se be motho ya ka nyenyelepang, a tswa motseng mona, a ya bolela taba ena kwana Jesereele.” Jehu a palama kariki ya hae ya ntwa, a ya Jesereele, moo Jorame a neng a ntse a ikokela teng. Akasiya, kgosi ya Juda, le yena o ne a theohetse Jesereele ho ya hlwela Jorame. Sebohodi se ne se eme hodima tora ya Jesereele. Ha se bona sehlopha sa Jehu se ntse se etla, sa re: “Hlopha sa batho ke sane!” Jorame a re: “Ere monna a palame pere, a yo se kgahlanyetsa, mme a fihle a re ho sona: Na le tla ka kgotso? ” Yaba monna e mong o palama pere, o ya kgahlanyetsa Jehu, mme a fihla a re ho yena: “Kgosi e re: Na le tla ka kgotso? ” Jehu a re: “O ntso re kgotso? Ntshale morao!” Sebohodi sa bua, sa re: “Moromuwa o fihlile ho bona, empa ha a bonahale ho kgutla.” Yaba Jorame o roma monna wa bobedi ya palameng pere. Eo ha a fihla ho bona, a re: “Kgosi e re: Na le tla ka kgotso? ” Jehu a re: “O ntso re kgotso? Ntshale morao!” Sebohodi sa bua, sa re: “Le yena o fihlile ho bona, empa ha a bonahale ho kgutla. Kariki e qhojwa ka lekgarakgara le kang la ha ho qhoba Jehu, setloholo sa Nimeshi, hobane yena o qhoba jwaloka lehlanya.” Jorame a re: “Panang kariki ya ka ya ntwa!” Ba pana kariki ya hae ya ntwa. Bo-Jorame, kgosi ya Iseraele, le Akasiya, kgosi ya Juda, ba tswa motseng, e mong le e mong a palame kariki ya hae ya ntwa. Ba tswa ho ya kgahlanyetsa Jehu, mme ba teana le yena tshimong ya Nabote wa Mojesereele. Yare ha Jorame a bona Jehu, a re ho yena: “Jehu, na o tla ka kgotso?” Eo a mo araba, a re: “Kgotso e ka ba teng jwang, ha ho rapela medimo ya bohata ha mmao, le ho loya ha hae, ho atile hakaale?” Ke ha Jorame a sokolla kariki ya hae, a baleha, a baleha, a re ho Akasiya: “Akasiya ee! Hona ke bohlabaphiyo!” Jehu a hula seqha sa hae ka matla a hae kaofela, a fula Jorame pakeng tsa mahetla, motsu wa ba wa ya tswa pelong, mme a re sihla! ka kariking ya hae ya ntwa. Yaba Jehu o re ho Bidekare, molaodi wa mabotho a hae: “Mo nke, o mo lahlele hara tshimo eno ya Nabote wa Mojesereele! Hopola mohla rona le wena re neng re palame le Akabe, ntatae. Morena o ne a mo ahlole ka mantswe ana, a re: Ruri, maobane ke bone madi a Nabote, le madi a bara ba hae, ho rialo Morena: Ke tla a phetetsa ka ho sebedisa wena, hona tshimong ena, ho rialo Morena. Ka baka lena he, mo nke, o mo lahlele hara tshimo, ho ya ka polelo eo ya Morena.” Ha Akasiya, kgosi ya Juda, a bona hona, a baleha ka tsela e lebang Bethekane. Jehu a mo salama, a re: “Le yena enwa mo fulelleng ka kariking ya hae ya ntwa!” Ba mo fula ha a le moepeng o nyolohelang Gure, haufi le Jibeleame. Akasiya a balehela Megido, a ya shwela teng. Bahlanka ba hae ba mo nka ka kariki ya ntwa, ba mo isa Jerusalema, ba mo epela lebitleng la hae, ho bo-ntatae, Motseng wa Davida. Akasiya o ne a ile a qala ho busa Juda ha Jorame, mora wa Akabe, a tshwere selemo sa leshome le motso o mong a busa. Ha Jehu a se a fihlile Jesereele, Jesabele a utlwela taba ena. Yaba o roma mahlo a hae ka pilo, o kgabisa moriri wa hae, o hlaha ka fesetere o tadima kantle. Yare ha Jehu a kena ka kgoro ya motse, Jesabele a re: “Na o tla ka kgotso, wena Simeri, mmolai wa monga hao?” Jehu a tadima fesetereng, a re: “Ke mang ya ka lehlakoreng la ka? Ke mang?” Yaba basebeletsi ba babedi kapa ba bararo ba a mo tadima. A re ho bona: “Mo lahleleng fatshe!” Ba mo lahlela fatshe. Madi a mang a hae a qaphaletsa lerako, le dipere, mme kariki ya ntwa le dipere tsa mo kgobotlela ka ditlhako. Ha Jehu a se a kene, a fihla a ja, a nwa, a nto re: “Tsamayang, le yo nka mosadi eno ya rohakehileng, le mo epele, hobane ke moradi wa kgosi!” Ba tsamaya, ba re ba ya mo epela, empa ba se ke ba fumana letho la setopo sa hae haese lehata, le maoto, le diatla tsa hae feela. Ka baka leo, ba kgutla, ba tla tsebisa Jehu. Yena a re: “Ena ke yona polelo ya Morena, eo a neng a e bue ka mohlanka wa hae Elia wa Tishebe, a re: Dintja di tla jella setopo sa Jesabele tshimong ya Jesereele. Mosohlo wa hae o tla tlalatlala hara tshimo ya Jesereele, jwaloka kgapane hara naha, hoo batho ba sa tlo hlola ba tseba le ho re: Enwa ke Jesabele! ” Akabe o ne a ena le bara ba mashome a supileng motseng wa Samaria. Jehu a ngola mangolo, a a romela Samaria ho babusi ba motse, le ho baholo ba setjhaba, le ho bahodisi ba bana ba Akabe. Mangolong ao o ne a itse: “Bana ba monga lona ba ho lona moo; le bile le na le dikariki tsa ntwa, le dipere, le qhobosheane, le dihlomo tsa ntwa. Hanghang ha lengolo lena le fihla ho lona, le kgethe e mong wa bara ba monga lona, eo le bonang a lokela, a bile a tshwanela, le mmee teroneng ya ntatae, mme le lwanele ntlo ya monga lona.” Empa ba kenwa ke tshabo e kgolo, ba re: “Jehu o hlotse dikgosi tse pedi! Rona re ka mo etsang?” Mookamedi wa lelapa la kgosi, le mmusi wa motse, le baholo ba setjhaba, le bahodisi ba bana ba Akabe, ba romela molaetsa ho Jehu, ba re: “Re bahlanka ba hao, mme re tla etsa tsohle tseo o tla re laela tsona. Ha re ka ke ra bea kgosi e nngwe; wena etsa seo o bonang se lokile.” Jwale Jehu a ba ngolla lengolo la bobedi, a re: “Haeba le le ba ka, mme eba le tla mamela ditaelo tsa ka, hosasane, ka yona nako ena, le nke dihlooho tsa bara ba monga lona, le tle ho nna mona Jesereele.” Bara ba kgosi ba ne ba le mashome a supileng, ba le matsohong a banna ba baholo ba motse, ba ba hodisitseng. Yare ha lengolo le fihla ho bona, ba tshwara bara ba kgosi ba mashome a supileng, ba ba bolaya, ba kenya dihlooho tsa bona ka dirotong, ba di romela Jesereele, ho Jehu. Moromuwa a fihla ho Jehu, a re: “Ba tlisitse dihlooho tsa bara ba kgosi Akabe.” Yaba Jehu o re: “Di etseng diqubu tse pedi, le di bee kgorong ya motse ho fihlela hosasane, hoseng.” Ka la hosasane, e sa le hoseng, Jehu a tswa, a ya ema kgorong ya motse, a re ho setjhaba sohle se teng moo: “Lona ha le na molato. Ke nna ya ileng a rera monga ka, ka mmolaya. Empa baa bohle ba bolailwe ke mang? Jwale tsebang hore tsohle tseo Morena a di buileng ka lelapa la Akabe di tla phethahala, hobane Morena o entse seo a neng a se bue ka mohlanka wa hae Elia.” Ka baka leo, Jehu a bolaya bohle ba lelapa la Akabe ba neng ba setse Jesereele, le banna bohle bao e neng e le ditshiya tsa hae, le metswalle ya hae, le baprista ba hae, ho fihlela ho sa sala le ya mong. Jwale Jehu a ema, a tloha Jesereele, a ya Samaria. Ha a ntse a tsamaya, a fihla sebakeng se bitswang Motebong, moo a ileng a teana le bana babo Akasiya, kgosi ya Juda, mme a re ho bona: “Le bo-mang?” Ba mo araba, ba re: “Re bana babo Akasiya. Re theohela tlase kwana ho ya boka dikgomo ho bana ba kgosi le ho bana ba mofumahadi.” Jehu a re: “Ba tshwareng!” Ba ba tshwara, ba ba bolaela pela sediba se hona moo Motebong. E ne e le banna ba mashome a mane a metso e mmedi, mme ba se ke ba siya le ya mong. Hoba Jehu a tlohe moo Motebong, a kopana le Jehonadabe, mora wa Rekabe, a etla ho tla mo kgahlanyetsa. Jehu a mo dumedisa, mme a re ho yena: “Na o nthata jwalokaha ke o rata?” Jehonadabe a araba, a re: “Ho jwalo!” Jehu a re: “Haeba ho le jwalo, ntshware ka letsoho.” Jehonadabe a mo tshwara ka letsoho, mme Jehu a mo hlwesetsa ka kariking ya ntwa. Yaba Jehu o re: “Tloo, o tlo bona kamoo ke tjhesehelang Morena kateng.” Jwale ba palama kariki ya Jehu ya ntwa. Ha a fihla Samaria, a bolaya masalla wohle a ba lelapa la Akabe, a neng a le moo Samaria. A fedisa lelapa leo, ho ya kamoo Morena a neng a laele Elia kateng. Jehu a kgobokanya setjhaba sohle, mme a re ho sona: “Akabe o ile a sebeletsa Baale hanyenyane, empa Jehu yena o tla sebeletsa Baale haholo. Ka baka lena, mpitsetseng baporofeta bohle ba Baale, le bahlanka bohle ba hae, le baprista bohle ba hae. Ho se be le ya mong ya tla ba siyo, hobane ke tla etsetsa Baale sehlabelo se seholo. Mang kapa mang ya tla ba siyo a ke ke a phela.” Feela Jehu o ne a etsa leqheka, ka morero wa hore a tle a bolaye ba rapelang Baale. Jehu a boela a re: “Phatlalatsang hore ho tla ba le phutheho a halalelang ya Baale!” Yaba ba a e phatlalatsa. Jehu a romela maqosa hohle naheng ya Iseraele. Bohle ba rapelang Baale ba tla, mme ha se ke ha eba le ya mong ya sa tleng. Ba fihla ba kena ka tempeleng ya Baale, mme ya tlala tswete! Jehu a re ho mohlokomedi wa kamore ya diaparo: “Tlisetsa bohle ba rapelang Baale diaparo!” Eo a ba tlisetsa tsona. Yaba bo-Jehu le Jehonadabe, mora wa Rekabe, ba kena ka tempeleng ya Baale. Jehu a re ho ba rapelang Baale: “Hlahlobisisang, le ikgodise hore hara lona mona ha ho le ya mong wa bahlanka ba Morena, haese ba rapelang Baale feela.” Ha ba kena ka tempeleng ho ya etsa mahlabelo le dinyehelo tsa setjheso, Jehu o ne a ile a bea banna ba mashome a robedi kantle, mme a re ho bona: “Haeba e mong wa banna bana bao ke ba beang matsohong a lona a ka phonyoha, ya tla mo tlohela hore a phonyohe o tla bolawa bakeng sa eo ya phonyohileng!” Hanghang hoba Jehu a qete ho etsa nyehelo ya setjheso, a re ho balebedi le ho balaodi: “Kenang, le ba bolaye! Ho se be le ya mong ya ka tswang!” Ba ba bolaya ka disabole. Balebedi le balaodi ba ba lahlela kantle, ba nto kena kaharehare ho tempele ya Baale. Ba ntsha sefika sa thupa se ka tempeleng ya Baale, ba se tjhesa. Ba thua sefika sa Baale, ba heletsa le tempele ya hae, ba e etsa mohlabana ho fihlela kajeno-ya-bokajeno. Ka mokgwa ona, Jehu o fedisa Baale naheng ya Iseraele. Leha ho le jwalo, dibe tsa Jeroboame, mora wa Nebate, ya neng a etse hore Baiseraele ba etse sebe, tsona ha a a ka a di tlohela, a nna a kgumamela namane ya kgauta e neng e le Bethele, le e neng e le Dane. Jwale Morena a re ho Jehu: “Kahobane a entse hantle ha o phethahatsa tseo mahlong a ka di lokileng, mme lelapa la Akabe o le entse tsohle tseo ke neng ke di rata, bana ba hao ba tla dula teroneng ya Iseraele ho isa molokong wa bone.” Empa Jehu a se ke a tsotella ho tsamaya ka molao wa Morena Modimo wa Iseraele, ka pelo ya hae yohle, hobane ha a a ka a tlohela dibe tsa Jeroboame, ya neng a etse hore Baiseraele ba etse sebe. Mehleng yona eo, Morena a qala ho ngotla naha ya Baiseraele. Hasaele a ba hlola ka nqeng tsohle tsa naha ea Iseraele; ho tloha ka botjhabela ho Jorodane, e leng naha yohle ya Gileade, le ya ba morabe wa Gade, le wa Rubene, le wa Manase, le ho tloha Arowere e pela noka ya Arenone, ho ya fihla Gileade le bashane. Diketso tse ding tsa Jehu, le tsohle tseo a ileng a di etsa, le tsa bohlabani ba hae, di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo ya Dikgosi tsa Iseraele. Jehu a shwa, mme a epelwa Samaria. Mora wa hae, Jehowakase, a mo hlahlama. Jehu o ne a ile a busa naha ya Iseraele ka dilemo tse mashome a mabedi a metso e robedi. Ha Ataleya, mma Akasiya, a bona hore mora wa hae o shwele, a tsamaya, a ya bolaya bana bohle ba lelapa la kgosi. Empa Jehosheba, moradi wa kgosi Jehorame, kgaitsedi ya Akasiya, a nka Jowashe, mora wa Akasiya, a mo ntsha hara bara ba kgosi, ba neng ba lokela ho bolawa. A mo pholosa ho Ataleya, a mo pata kamoo ho bolokwang diphate kateng hammoho le mohodisi wa hae, mme yaba ha a bolawe. Ka dilemo tse tsheletseng, ha Ataleya a ntse a busa naha eo, Jehosheba a pata Jowashe ka Tempeleng ya Morena. Ka selemo sa bosupa, Jehoyada a roma maqosa ho ya bitsa balaodi ba ba makgolo, le balebedi ba kgosi. Ba ba tlisa ho yena Tempeleng ya Morena. Jehoyada a etsa selekane le bona, a ba hlaphantshetsa ka Tempeleng ya Morena, mme a ba bontsha mora wa kgosi. Yaba o a ba laela, o re: “Seo le tla se etsa ke sena: Sehlopha sa pele sa dihlopha tse tharo, se kenang mosebetsing ka Sabatha, se tla lebela le ntlo ya kgosi. Sehlopha sa bobedi se tla lebela kgorong ya Sure, sa boraro sona se lebele kgorong e kamorao ho ntlo ya balebedi. Le tla lebela ntlo ya kgosi ho e sireletsa. Dihlopha tsa lona tse pedi, tse phomolang ka Sabatha, di tla lebela Tempele ya Morena, di sireletse kgosi. Le tla teela kgosi hare, motho le motho a tshwere dihlomo tsa hae. Ya tla leka ho le phunyeletsa a bolawe! Le be le kgosi hohle moo e yang teng.” Balaodi ba ba makgolo ba phetha kahohle kamoo moprista Jehoyada a neng a ba laetse kateng; motho le motho a tla le balebedi ba hae ba kenang mosebetsing ka Sabatha, le ba phomolang ka Sabatha, ba ya ho moprista Jehoyada. Moprista a nea balaodi ba ba makgolo marumo a kgosi Davida, le dithebe tsa hae, tse neng di le ka Tempeleng ya Morena. Balebedi ba ema ba teetse kgosi hare, e mong le e mong a tshwere dihlomo tsa hae; theko ya bona ya tloha ntlheng e ka letsohong le letona la Tempele, ho isa ntlheng e ka letsohong le letshehadi, ba potapota Tempele le aletare. Jwale moprista Jehoyada a hlahisa mora wa kgosi, a mo rwesa mofapahlooho, a mo nea le Buka ya Molao. Yaba Jowashe o a tlotswa, o etswa kgosi. Setjhaba sa opa mahofi, sa re: “Kgosi e ke e re phelele!” Ha Ataleya a utlwa ditlatse tsa balebedi le tsa setjhaba, a tla ho sona ka Tempeleng ya Morena. Ha a fihla, a bona kgosi e eme pela tshiya, ho latela moetlo, mahosana le baletsi ba diterompeta ba le pela kgosi, le setjhaba sohle se nyakaletse, se letsa diterompeta. Ataleya a hahola diaparo tsa hae, a howeletsa, a re: “Bohlabaphiyo! Bohlabaphiyo!” Empa moprista Jehoyada a laela balaodi ba ba makgolo, e leng baokamedi ba mabotho, a re ho bona: “Mo ntshetseng kantle ho mabala a Tempele! Motho ya tla mo sala morao le mmolaye ka sabole!” Moprista o ne a ile a inahana, a re: “Ha a tshwanele ho bolaelwa mabaleng a Tempele ya Morena.” Yaba ba a mo tshwara, ba mo ntsha ka tsela ya dipere, e kenang ka tlung ya kgosi, mme ba mmolaela hona moo. Jwale moprista Jehoyada a etsa selekane pakeng tsa Morena, le kgosi, le setjhaba, hore e be setjhaba sa Morena. A se etsa le pakeng tsa kgosi le setjhaba. Setjhaba sohle sa naha eo sa kena ka tempeleng ya Baale, sa e heletsa, sa thuakanya dialetare le ditshwantsho tsa hae, sa di etsa thuethue, sa bolaela Matane, moprista wa hae, kapele ho dialetare. Moprista Jehoyada a kgethela Tempele ya Morena balebedi. Jehoyada a nka balaodi ba ba makgolo, le balebedi ba ntlo ya kgosi, hammoho le setjhaba sohle, ba tlosa kgosi Tempeleng ya Morena. Ba tsamaya ka tsela e fetang kgorong ya balebedi, ba ya tlung ya kgosi, mme kgosi ya fihla ya dula setulong sa bokgosi. Kamora hoba Ataleya a bolaelwe pela ntlo ya kgosi ka sabole, setjhaba sohle sa naha eo sa nyakalla, motse wa eba le kgotso. Jowashe o ne a ena le dilemo tse supileng ha a qala ho busa. Jowashe o ne a qale ho busa ka selemo sa bosupa sa puso ya Jehu, mme a busa ka dilemo tse mashome a mane, a le Jerusalema. Lebitso la mmae ne e le Sebiya, eo hahabo e neng e le Beeresheba. Jowashe a kgahlisa Morena ka nako yohle eo moprista Jehoyada a neng a ntse a mo tataisa ka yona; feela ha a a ka a fedisa dibaka tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona. Setjhaba sa nna sa etsetsa mahlabelo dibakeng tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, sa tjhesetsa mokubetso hona teng. Jowashe a re ho baprista: “Tjhelete yohle, eo e leng dimpho tse abetsweng Morena, e tliswang ka Tempeleng ya Morena, e leng tjhelete eo motho ka mong a lekanyeditsweng ho e ntsha, le e lekanyeditsweng ba tlasa taolo ya hae, le tjhelete yohle eo motho a e ntshetsang Tempele ya Morena ka boithaopo; lona baprista, le e bokelle ho batho bao le ba tsebang, le inkele yona; feela le thibe mapatso a Tempele ya Morena hohle moo a leng teng.” Empa ka selemo sa mashome a mabedi a metso e meraro sa puso ya kgosi Jowashe, baprista ba ne ba eso ka ba thiba mapatso a Tempele ya Morena. Yaba kgosi Jowashe o bitsa moprista Jehoyada, le baprista ba bang, o re ho bona: “Ke ka lebaka lang le sa thibang mapatso a Tempele? Ka lebaka lena he, le se hlole le bokella tjhelete ho batho bao le ba tsebang; le neelane ka e seng e le teng, ho tle ho thijwe mapatso a Tempele ka yona.” Baprista ba dumela hore ha ba sa tla hlola ba amohela tjhelete e tswang setjhabeng, le hore ha ba sa tla hlola ba thiba mapatso a Tempele. Yaba moprista Jehoyada o nka letlole, o phunya lesoba hodima sekwahelo sa lona, o le bea pela aletare, ka letsohong le letona ha motho a kena ka Tempeleng ya Morena. Baprista ba lebelang monyako ba ne ba kenya tjhelete yohle e neng e tliswa Tempeleng ya Morena, ka letloleng leo. E ne e ye ere ha ba bona hore tjhelete e se e le ngata ka letloleng, ebe mongodi wa kgosi, le Moprista e Moholo, ba a tla, ba fihla ba bala tjhelete e ka Tempeleng ya Morena, ba nto e tshela ka mokotlaneng. Hoba ba e bale, ba ne ba ye ba e nee ba okametseng mosebetsi wa Tempele ya Morena; baokamedi bana bona ba lefe batho ba neng ba betla difate, le dihahi tse neng di haha Tempele ya Morena. Ba ne ba lefa le ba betlang majwe, le ba a thuang; ba reka difate le majwe a thuilweng, ho tla thiba mapatso a Tempele ya Morena, le ho phetha tsohle tse amanang le mosebetsi wa ho ntjhafatsa Tempele. Leha ho le jwalo, ka tjhelete ena e neng e tlisitswe ka Tempeleng ya Morena, ha ho a ka ha etsetswa Tempele ya Morena dikotlolo tsa silefera, le ditimamabone, le matlao, le diterompeta, leha e le eng kapa eng ya kgauta kapa ya silefera. Tjhelete eo ba e nea basebetsi, mme ba ntjhafatsa Tempele ya Morena ka yona. Ebile ha ba a ka ba belaela ka batho bao tjhelete e neng e le matsohong a bona, hobane ba ne ba tshepahala. Ha e le tjhelete ya nyehelo e tlosang tshito le e tlosang sebe, yona e ne e sa tliswe ka Tempeleng ya Morena; e ne e le ya baprista. Jwale Hasaele, kgosi ya Arame, a nyoloha, a futuhela Gate, a e hapa a nto rera ho futuhela Jerusalema. Yaba Jowashe, kgosi ya Juda, o nka dintho tsohle tse halalelang, tseo bo-ntatae Jehoshafate, le Jehorame, le Akasiya, dikgosi tsa Juda, ba neng ba di abetse Morena; a nka le dintho tsa hae tsohle, tse halalelang, le kgauta yohle e neng e le ka letloleng la Tempele ya Morena, le ka tlung ya kgosi, mme tsena a di romela ho Hasaele, kgosi ya Arame. Yaba Hasaele o tloha Jerusalema. Diketso tse ding tsa Jowashe, le tsohle tseo a ileng a di etsa, di ngotswe bukeng ya Diketsahalo ya Dikgosi tsa Juda. Bahlanka ba hae ba mo rera ba mmolaela tlung ya Milo, tseleng e theohelang Silla. A bolawa ke bahlanka ba hae, bo-Josakara, mora wa Shimate, le Jehosabada, mora wa Shomere, mme a shwa. A epelwa le bo-ntatae Motseng wa Davida, mme Amasiya, mora wa hae, a mo hlahlama. Ka selemo sa mashome a mabedi a metso e meraro sa puso ya Jowashe, mora wa Akasiya, kgosi ya Juda, Jehowakase, mora wa Jehu, a qala ho busa naha ya Iseraele, a le Samaria. A busa ka dilemo tse leshome le metso e supileng. A etsa bobe mahlong a Morena, a etsa dibe tse kang tsa Jeroboame, mora wa Nebate, ya neng a etse hore Baiseraele ba sitelwe Morena, mme a se ke a di tlohela. Bohale ba Morena ba tlokomela Baiseraele, mme ka nako e telele a neelana ka bona matsohong a Hasaele, kgosi ya Arame, le matsohong a Bene-Hadade, mora wa Hasaele. Yaba Jehowakase o rapela Morena, mme Morena a mo utlwa, kaha a ne a bona kamoo Baiseraele ba neng ba hateletswe kateng, hobane kgosi ya Arame e ne e ba hateletse. Empa Morena a fa Baiseraele mopholosi, mme ba tswa tlasa puso ya Baarame. Bana ba Iseraele ba boela ba iphelela malapeng a bona jwaloka pele. Leha ho le jwalo, ha ba a ka ba tlohela dibe tsa ntlo ya Jeroboame, ya neng a etse hore Baiseraele ba sitelwe Morena. Ba etsa dibe tseo; le setshwantsho sa Ashera sa se ke sa tloswa Samaria. Jehowakase a se ke a sallwa ke bahlabani, haese bapalami ba dipere ba mashome a mahlano, le dikariki tsa ntwa tse leshome, le bahlabani ba ditaaso ba dikete tse leshome. Kgosi ya Arame e ne e ba ripitlile, e ba entse hore ba be jwaloka lerole ha ho polwa. Diketso tse ding tsa Jehowakase, le tsohle tseo a ileng a di etsa, le tsa bohlabani ba hae, di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Iseraele. Jehowakase a shwa, mme a epelwa Samaria. Jehowashe, mora wa hae, a mo hlahlama. Ka selemo sa mashome a mararo a metso e supileng sa puso ya Jowashe, kgosi ya Juda, Jehowashe, mora wa Jehowakase, a qala ho busa naha ya Iseraele, a le Samaria. A busa ka dilemo tse leshome le metso e tsheletseng. A etsa bobe mahlong a Morena, a se ke a tlohela dibe tsohle tsa Jeroboame, mora wa Nebate, ya neng a etse hore Baiseraele ba sitelwe Morena, mme a phela ka tsona. Diketso tse ding tsa Jehowashe, le tsohle tseo a ileng a di etsa, le tsa bohlabani ba hae, boo a neng a lwantshe Amasiya, kgosi ya Juda, ka bona, di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Iseraele. Jehowashe a shwa, mme setulo sa hae sa nkwa ke Jeroboame. Jehowashe a epelwa Samaria, le dikgosi tsa Iseraele. Elisha o ne a kulela lefu. Yaba Jehowashe, kgosi ya Iseraele, o theohela ho yena; ha a ntse a lla, meokgo ya hae ya keleketlela hodima sefahleho sa Elisha, a re: “Ntate! Ntate! Wena mohlabanedi le thebe ya Iseraele!” Elisha a re ho yena: “Nka seqha le metsu!” Kgosi ya nka seqha le metsu. Elisha a re ho kgosi ya Iseraele: “Hula seqha!” Kgosi ya hula seqha, Elisha a beile matsoho a hae hodima matsoho a kgosi. Elisha a re: “Bula fesetere e ka botjhabela!” Kgosi ya e bula. Elisha a re: “Betsa!” Kgosi ya betsa. Elisha a boela a re: “Ona ke motsu wa Morena, o hlolang; ke motsu o hlolang, o tla hlola Baarame. O tla hlola Baarame Afeke, ho fihlela o ba timetsa!” Elisha a re: “Nka metsu!” Kgosi ya e nka. A boela a re ho kgosi ya Iseraele: “Betsa fatshe!” Kgosi ya betsa fatshe hararo, ya nto emisa. Moporofeta wa Modimo a e halefela, a re ho yona: “O ne o tshwanetse ebe o betsitse hahlano kapa hatshelela! O ne o tla hlola Baarame ho fihlela o ba timetsa. Empa jwale o tla ba hlola hararo feela!” Elisha a shwa, mme a epelwa. Ha selemo se thwase, mabothwana a Bamoabe a futuhela naha. Ka tsatsi le leng, batho ba ne ba epela setopo, mme ba bona lebothwana la bahlabani. Ba akgela setopo ka lebitleng la Elisha, ba baleha. Ha setopo se thetsa masapo a Elisha, sa tsoha, motho eo a ema ka maoto a hae. Hasaele, kgosi ya Arame, a hatella Baiseraele ka matsatsi wohle a puso ya Jehowakase. Morena a hauhela Baiseraele, a ba utlwela bohloko; a ba hlomohela ka lebaka la selekane sa hae le Aborahama, le Isaka, le Jakobo, mme a se ke a rata ho ba timetsa, leha e le ho ba furalla. Hasaele, kgosi ya Arame, a shwa, mme Bene-Hadade, mora wa hae, a mo hlahlama. Jehowashe, mora wa Jehowakase, a amoha Bene-Hadade, mora wa Hasaele, metse eo a neng a e hape ho Jehowakase, ntata Jehowashe. Jehowashe a hlola Bene-Hadade ka makgetlo a mararo, mme a hapa metse eo ya Iseraele. Ka selemo sa bobedi sa puso ya Jehowashe, mora wa Jehowakase, kgosi ya Iseraele, Amasiya, mora wa Jowashe, kgosi ya Juda, a qala ho busa. O ne a ena le dilemo tse mashome a mabedi a metso e mehlano, ha a qala ho busa, mme a busa ka dilemo tse mashome a mabedi a metso e robong, a le Jerusalema. Lebitso la mmae e ne e le Jehowadane, eo hahabo e neng e le Jerusalema. Amasiya a kgahlisa Morena, feela e seng jwaloka Davida, ntataemoholo. A tsamaya mehlaleng ya Jowashe, ntatae; feela ha a a ka a fedisa dibaka tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona. Setjhaba sa nna sa etsetsa mahlabelo dibakeng tseo, sa tjhesetsa le mokubetso hona teng. Yare ha a se a tsitsitse bokgosing ba hae, a bolaya bahlanka ba hae ba neng ba bolaye kgosi, e leng ntatae. Empa a se ke a bolaya bana ba babolai bao, ho ya ka Molao o ngotsweng Bukeng ya Moshe, moo Morena a laetseng, a re: “Bo-ntata ha ba ka ke ba bolawa ka baka la bana ba bona, le bana ha ba ka ke ba bolawa ka baka la bo-ntata bona, empa motho ka mong o tla bolaelwa sebe sa hae.” Amasiya a bolaela Baedomo ba dikete tse leshome ka Kgohlong ya Letswai, a ba a hapa Sela, a e rea lebitso la Jokotheele, mme e ntse e bitswa jwalo le kajeno-ya-bokajeno. Jwale Amasiya a romela maqosa ho Jehowashe, mora wa Jehowakase, mora wa Jehu, kgosi ya Iseraele, a re: “Tloo re tlo lebanya dithebe!” Empa Jehowashe, kgosi ya Iseraele, a araba Amasiya, kgosi ya Juda, a re: “Hlabahlabane ya Lebanone e kile ya romela molaetsa ho kedare ya Lebanone, ya re: Nea mora wa ka moradi wa hao, a mo nyale! Yaba ho feta sebatana sa Lebanone, se fihla se hatakela hlabahlabane eo. O fela o hlotse Baedomo, jwale o se o le makokonyana! Thabela hona, o itulele ha hao. O ratelang ho ikenya tsitsing e tla o timetsa, e be e timetse le setjhaba sa Juda?” Empa Amasiya a se ke a mo mamela. Ka baka leo, Jehowashe, kgosi ya Iseraele, a nyoloha, mme yena le Amasiya, kgosi ya Juda, ba lebanya dithebe ba le Bete-Shemeshe e naheng ya Juda. Baiseraele ba imela Bajuda, mme Bajuda ba baleha, e mong le e mong a balehela lapeng la hae. Moo Bete-Shemeshe, Jehowashe, kgosi ya Iseraele, a thopa Amasiya, kgosi ya Juda, mora wa Jowashe, setloholo sa Akasiya. A fihla Jerusalema, a heletsa lerako la yona ho tloha kgorong ya Efraime, ho ya fihla kgorong e hukung. E ne e le sebaka se ka bang bolelele ba dimethara tse makgolo a mabedi. A hahara kgauta yohle, le silefera, le thepa e neng e le ka Tempeleng ya Morena, le e neng e le ka letloleng la ntlo ya kgosi; a thopa batho, yaba o kgutlela Samaria. Diketso tse ding tsa Jehowashe, le tsa bohlabani ba hae, le kamoo a neng a lwantshe Amasiya kgosi ya Juda kateng, di ngotswe Bukeng ya Diketshalo tsa Dikgosi tsa Iseraele. Jehowashe a shwa, mme a epelwa Samaria le dikgosi tsa Iseraele. Jeroboame, mora wa hae, a mo hlahlama. Amasiya, mora wa Jowashe, kgosi ya Juda, a phela dilemo tse leshome le metso e mehlano, kamorao ho lefu la Jehowashe, mora wa Jehowakase, kgosi ya Iseraele. Diketso tse ding tsa Amasiya di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Juda. E ile yare hoba ba mo tsohele matla, a le Jerusalema, a balehela Lakishe. Empa ba mo sadisa bahlabani morao ho ya fihla Lakishe, moo ba ileng ba mmolaela teng. Ba bofa setopo sa hae pereng, ba mo epela le bo-ntatae, Jerusalema, Motseng wa Davida. Setjhaba sohle sa Juda sa bea Asariya setulong sa Amasia, ntatae. O ne a ena le dilemo tse leshome le metso e tsheletseng. Ke yena ya ileng a haheletsa Elate, a ba a e kgutlisetsa Juda. Kamorao ho moo, kgosi ya eshwa. Ka selemo sa leshome le metso e mehlano sa puso ya Amasia, mora wa Jowashe, kgosi ya Juda, Jeroboame, mora wa Jehowashe, kgosi ya Iseraele, a qala ho busa, a le Samaria. A busa ka dilemo tse mashome a mane a motso o mong. Jeroboame a etsa bobe mahlong a Morena, a se ke a tlohela le se seng sa dibe tsa Jeroboame, mora wa Nebate, ya ileng a etsa hore Baiseraele ba sitelwe Morena. O ile a busetsa meedi ya Iseraele ditulong tsa yona, ho tloha ka Lekgalo la Hamate, ho ya fihla Lewatleng la Letswai. Hona ha phethahala ho ya ka polelo ya Morena Modimo wa Iseraele, eo a neng a e bue ka mohlanka wa hae, moporofeta Jonase, mora wa Amitai wa Mogate-Hefere. Morena o ne a ile a bona hore Baiseraele ba matshwenyehong a maholo, hobane ho ne ho se le ya mong wa bona ya neng a setse, ebang ke lekgoba, kapa hase lekgoba, mme ho ne ho se mang wee! ya ba thusang. Morena o ne a sa ka a re o tla hlakola lebitso la Iseraele lefatsheng; ka hona a ba pholosa ka Jeroboame, mora wa Jehowashe. Diketso tse ding tsa Jeroboame, le tsohle tseo a ileng a di etsa, le tsa bohlabani ba hae, le kamoo a neng a lwane kateng, le kamoo a ileng a hapela Iseraele Damaseka le Hamate kateng, tseo e neng e le tsa Juda, tsena tsohle di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Iseraele. Jeroboame a shwa, a epelwa le dikgosi tsa Iseraele, Sakariya, mora wa hae, a mo hlahlama. Ka selemo sa mashome a mabedi a metso e supileng sa puso ya Jeroboame, kgosi ya Iseraele, Asariya, mora wa Amasiya, kgosi ya Juda, a qala ho busa. O ne a ena le dilemo tse leshome le metso e tsheletseng ha a qala ho busa. A busa ka dilemo tse mashome a mahlano a metso e mmedi, a le Jerusalema. Lebitso la mmae e ne e le Jekoleya, eo hahabo e neng e le Jerusalema. Asariya a kgahlisa Morena, jwalokaha Amasiya, ntatae, a ne a ile a etsa. Feela ha a a ka a fedisa dibaka tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona. Setjhaba sa nna sa etsetsa mahlabelo dibakeng tseo, sa tjhesetsa le mokubetso hona teng. Morena a otla kgosi, mme kgosi ya eba molepera ho fihlela e eshwa. Kgosi ya phela e le inotshi tlung e kathoko. Jotame, mora wa kgosi, e ne e le yena mookamedi wa lelapa la kgosi, a bile a busa naha eo. Diketso tse ding tsa Asariya, le tsohle tseo a ileng a di etsa, di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Juda. Asariya a shwa, mme a epelwa le bo-ntatae, Motseng wa Davida. Jotame, mora wa hae, a mo hlahlama. Ka selemo sa mashome a mararo a metso e robedi sa puso ya Asariya, kgosi ya Juda, Sakariya, mora wa Jeroboame, a qala ho busa Iseraele, a le Samaria. A busa ka dikgwedi tse tsheletseng. A etsa bobe mahlong a Morena, jwalokaha bo-ntatae ba nnile ba etsa; a se ke a tlohela dibe tsa Jeroboame, mora wa Nebate, ya neng a etse hore Baiseraele ba sitelwe Morena. Shalome, mora wa Jabeshe, a mo rera, a mo hlaba pontsheng ya batho, a mmolaya, mme a ikgapela puso. Diketso tse ding tsa Sakariya di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Iseraele. Tsena di phethahetse ho ya ka polelo ya Morena, eo a neng a e bue ho Jehu, a re: “Bana ba hao, ho isa molokong wa bone, ba tla busa setjhaba sa Iseraele.” Ho ile ha fela ha eba jwalo. Shalome, mora wa Jabeshe, a qala ho busa ka selemo sa mashome a mararo a metso e robong sa pusa ya Usiya, kgosi ya Juda. A busa kgwedi, a le Samaria. Menaheme, mora wa Gadi, o ne a ile a tloha Tiresa, a ya Samaria, moo a ileng a fihla a hlaba Shalome, mora wa Jabeshe, a mmolaya, mme a ikgapela puso. Diketso tse ding tsa Shalome, le bohlabaphiyo boo a ileng a bo etsa, di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Iseraele. Menaheme a ripitla motse wa Tifesa, le bohle ba neng ba le ka ho wona. A ripitla le batho ba naha e o potapotileng, ho tloha Tiresa, hobane ba ne ba ile ba re ho yena motse oo ha o kenwe. A o ripitla ka lona lebaka leo. Baimana ba motse oo a ba phatlola dimpa. Ka selemo sa mashome a mararo a metso e robong sa puso ya Asariya, kgosi ya Juda, Menaheme, mora wa Gadi, a qala ho busa Iseraele. A e busa ka dilemo tse leshome, a le Samaria. A etsa bobe mahlong a Morena. Ka nako yohle ya bophelo ba hae, a se ke a tlohela dibe tsa Jeroboame, mora wa Nebate, ya ileng a etsa hore Baiseraele ba sitelwe Morena. Pule, kgosi ya Asiria, a futuhela naha ya Iseraele. Menaheme a thella Pule ka silefera e boima ba dikilo tse dikete tse mashome a mararo a metso e mene hore Pule a tle a mo thuse, a mo tsitsise bokgosing. Menaheme o ne a ile a ntshisa barui ba Baiseraele sethabathaba, monna ka mong a ntsha ditjhelete tsa silefera tse ka bang boima ba halofo ya kilo, hore a tle a thelle kgosi ya Asiria ka tjhelete eo. Yaba kgosi ya Asiria e a kgutla, ya se ke ya dula naheng eo ya Iseraele. Diketso tse ding tsa Menaheme, le tsohle tseo a ileng a di etsa, di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Iseraele. Menaheme a shwa; Pekahiya, mora wa hae, a mo hlahlama. Ka selemo sa mashome a mahlano sa puso ya Asariya, kgosi ya Juda, Pekahiya, mora wa Menaheme, a qala ho busa, a le Samaria. A busa ka dilemo tse pedi. Pekahiya a etsa bobe mahlong a Morena, a se ke a tlohela dibe tsa Jeroboame, mora wa Nebate, ya neng a etse hore Baiseraele ba sitelwe Morena. Peka, mora wa Remaleya, molaodi wa mabotho a hae, a ena le Aregobe le Are, le banna ba mashome a mahlano ba Bagileade, a mo rera, mme a mmolaela Samaria ka qhobosheaneng e kahare ho ntlo ya kgosi. Peka a mo hlahlama. Diketso tse ding tsa Pekahiya, le tsohle tseo a ileng a di etsa, di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Iseraele. Ka selemo sa mashome a mahlano a metso e mmedi sa puso ya Asariya, kgosi ya Juda, Peka, mora wa Remaleya, a qala ho busa naha ya Iseraele, a le Samaria. A busa ka dilemo tse mashome a mabedi. A etsa bobe mahlong a Morena, a se ke a tlohela dibe tsa Jeroboame, mora wa Nebate, ya ileng a etsa hore Baiseraele ba sitelwe Morena. Mehleng ya Peka, kgosi ya Iseraele, Tigelate-Pilesere, kgosi ya Asiria, a futuha, mme a thopa batho ba Ione, le ba Abele-Bete-Maaka, le ba Janowa, le ba Kedeshe, le ba Hasore, le ba Gileade, le ba Galelea, le ba naha yohle ya Nafthali, a ba isa Asiria. Hoshea, mora wa Ela, a rera Peka, mora wa Remaleya. A mo hlaba, a mmolaya, mme a ikgapela bokgosi. E ne e le ka selemo sa mashome a mabedi sa puso ya Jotame, mora wa Usiya. Diketso tse ding tsa Peka, le tsohle tseo a ileng a di etsa, di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Iseraele. Ka selemo sa bobedi sa puso ya Peka, mora wa Remaleya, kgosi ya Iseraele, Jotame, mora wa Usiya, kgosi ya Juda, a qala ho busa. O ne a ena le dilemo tse mashome a mabedi a metso e mehlano ha a qala ho busa. A busa ka dilemo tse leshome le metso e tsheletseng, a le Jerusalema. Lebitso la mmae e ne e le Jerusha, moradi wa Sadoke. Jotame a kgahlisa Morena, a etsa jwalokaha Usiya, ntatae, a ile a etsa. Feela ha a ka a fedisa dibaka tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona. Setjhaba sa nna sa etsetsa mahlabelo dibakeng tseo, sa tjhesetsa le mokubetso hona teng. Ke yena ya ileng a haha kgoro ya Tempele, e bitswang Kgoro ya Leboya. Diketso tse ding tsa Jotame, le tsohle tseo a ileng a di etsa, di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Juda. Mehleng eo, Morena a etsa hore Resine, kgosi ya Arame, le Peka, mora wa Remaleya, ba futuhele naha ya Juda. Jotame a shwa, mme a epelwa le bo-ntatae, Motseng wa Davida. Akase, mora wa hae, a mo hlahlama. Ka selemo sa leshome le metso e supileng sa puso ya Peka, mora wa Remaleya, Akase, mora wa Jotame, kgosi ya Juda, a qala ho busa. Akase o ne a ena le dilemo tse mashome a mabedi ha a qala ho busa. A busa ka dilemo tse leshome le metso e tsheletseng a le Jerusalema. Ha a a ka a kgahlisa Morena Modimo wa hae, jwalokaha Davida, ntataemoholo, yena a ile a kgahlisa Morena. O ile a tsamaya mehlaleng ya dikgosi tsa Iseraele. Ka ho etsa nyehelo ya setjheso ka mora wa hae, a etsa manyala a kang a neng a etswa ke ditjhaba tseo Morena a neng a di leleke kapele ho bana ba Iseraele. Hape a etsetsa mahlabelo dibakeng tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, le tse hodima dithaba, le tse katlasa difate tsohle tse talana, mme a tjhesetsa mokubetso hona teng. Jwale Resine, kgosi ya Arame, le Peka, mora wa Remaleya, kgosi ya Iseraele, ba futuhela Jerusalema. Ba etsetsa Akase thibella, empa ba se ke ba mo hlola. Ka yona nako eo Resine, kgosi ya Arame, a boela a hapa motse wa Elate, mme a leleka Bajuda moo Elate. Baarame ba fihla Elate, mme le kajeno-ya-bokajeno ba sa ahile moo. Akase a romela maqosa ho Tigelate-Pilesere, kgosi ya Asiria, a re: “Nna ke mohlanka wa hao, le mora wa hao. Tloo, o tlo nnamolela matsohong a kgosi tsa Arame le Iseraele, tse mphutuhetseng.” Akase a hahara silefera le kgauta ka Tempeleng ya Morena, le ka matloleng a ntlo ya kgosi, mme a di romela ho kgosi ya Asiria, e le mpho. Kgosi ya Asiria ya ananela kopo ya Akase; ya futuhela Damaseka, ya e hapa, ya thopa le batho ba teng, ya ba isa Kire, mme ya bolaya Resine. Kgosi Akase a ya Damaseka ho ya kopana le Tigelate-Pilesere, kgosi ya Asiria. Ha a le moo, a bona aletare. Kgosi ya romella setshwantsho sa aletare eo, le diqaqiso tsa yona ho moprista Uriya. Moprista Uriya a haha aletare eo ho ya ka diqaqiso tsohle tseo kgosi Akase a ileng a di romela a le Damaseka. Yaba o haha aletare eo kgosi Akase a eso kgutle Damaseka. Ha kgosi e fihla ho tswa Damaseka, ya bona aletare, ya atamela ho yona, ya hlwella mehatong ya yona. Kgosi ya tjhesetsa nyehelo ya yona ya setjheso, le nyehelo ya dijo hodima aletare eo, ya tshela le nyehelo ya yona ya dino hodima yona; ya foka hodima aletare ka madi a tse hlabetsweng ho etsa nyehelo ya teboho. Kgosi Akase a tlosa aletare ya Morena, e entsweng ka lethose, e neng e le kapele ho Tempele, pakeng tsa aletare e ntjha le Tempele ya Morena, a e bea ka leboya ho aletare e ntjha. Jwale kgosi Akase a laela moprista Uriya, a re: “Hodima aletare e kgolo o tjhesetse nyehelo ya setjheso ya hoseng, le nyehelo ya kgosi ya dijo, mmoho le nyehelo ya setjheso ya setjhaba sohle sa naha eo, le nyehelo ya sona ya dijo, le nyehelo ya sona ya dino. Hodima yona o foke ka madi wohle a tse hlabetsweng nyehelo ya setjheso, le ka madi wohle a tse hlabetsweng ho etsa sehlabelo. Aletare ya lethose yona, ke eo ke tla botsa Morena ke le ho yona.” Moprista Uriya a etsa tsohle, ho ya ka taelo ya kgosi Akase. Kgosi Akase a qhaqholla dikariki tsa lethose tse neng di le ka Tempeleng, a tlosa dikotlolo tse hodima tsona. A tlosa tanka eo baprista ba tollang, ka ho yona e hodima mekokotlo ya dipholo tsa lethose, a e bea lebaleng la majwe. Kahobane kgosi Akase a ne a rata ho kgahlisa kgosi ya Asiria, a fedisa tselana e ruletsweng, eo a neng a tsamaya ka yona ka Sabatha, a kwala le monyako o kantle, oo a neng a kena ka wona ka Tempeleng ya Morena. Diketso tse ding tsa Akase di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Juda. Akase a shwa, mme a epelwa le bo-ntatae, Motseng wa Davida. Mora wa hae, Hesekiya, a mo hlahlama. Ka selemo sa leshome le metso e mmedi Akase e le kgosi ya Juda, Hosea, mora wa Ela, a qala ho busa setjhaba sa Iseraele, a le Samaria. O ile a busa ka dilemo tse robong. A etsa bobe mahlong a Morena, empa e seng jwaloka dikgosi tsa Iseraele tse bileng teng pele ho yena. A futuhelwa ke Salemanesere, kgosi ya Asiria, Hoshea ya eba mohlanka wa hae, mme a mo ntshetsa lekgetho. Kgosi ya Asiria ya hlokomela hore Hoshea o se a e fetohetse, hobane o ne a ile a romela maqosa ho So, kgosi ya Egepeta, a bile a se a sa ntshe le lekgetho jwalokaha a ne a ntse a etsa ka selemo le selemo. Ka lebaka lena, kgosi ya Asiria ya mo tshwara, ya mo kwalla tjhankaneng. Jwale kgosi ya Asiria ya futuhela naha yohle, ya nto futuhela Samaria, ya etsetsa motse oo thibella ka dilemo tse tharo. Ka selemo sa borobong sa puso ya Hoshea, kgosi ya Asiria ya hapa motse wa Samaria. Ya thopa Baiseraele, ya ba isa naheng ya Asiria, ya ba bea Hala, le pela noka ya Habore, e Gosane, ya ba bea le metseng ya Bamede. Tsena di etsahetse kahobane setjhaba sa Iseraele se ne se ile sa sitelwa Morena Modimo wa sona, ya neng a ile a se ntsha naheng ya Egepeta, tlasa puso ya Faro, kgosi ya Egepeta, mme sa sebeletsa medimo e meng. Hape sa latela meetlo ya ditjhaba tseo Morena a neng a di leleke kapele ho sona, le meetlo e qapilweng ke dikgosi tsa Iseraele. Ka sekgukgu bana ba Iseraele ba etsa dintho tse sa kgahliseng Morena Modimo wa bona. Ba ikgahela dibaka tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, metseng yohle ya bona, e menyenyane le e meholo. Ba hloma difika tseo ba di kgumamelang, le ditshwantsho tsa Ashera hodima maralla wohle, le katlasa difate tsohle tse talana. Ba tjhesetsa mokubetso hona teng, jwalokaha ditjhaba tseo Morena a neng a di leleke kapele ho bona di ne di etsa. Ba etsa dintho tse mpe, mme ba halefisa Morena. Hape ba kgumamela medingwana ya ditshwantsho eo Morena a ileng a bua ka yona, a re: “Le se ke la e kgumamela.” Morena o ne a se a ile a lemosa Baiseraele le ba naha ya Juda ka baporofeta le ka dinohe, a re: “Furallang mekgwa ena ya lona e mebe, le boloke melao ya ka, le ditaelo tsa ka, ho ya kamoo ke neng ke laele bo-ntata lona kateng. Tsena ke ne ke di romele ho lona ka bahlanka ba ka, e leng baporofeta.” Leha ho le jwalo, bana ba Iseraele ha ba a ka ba mamela, ba eba manganga jwaloka bo-ntata bona, ba sa kang ba tshepa Morena Modimo wa bona. Ba hana ditaelo, ba kwenehela selekane seo Morena a neng a se etse le bo-ntata bona, le ditemoso tsa hae, tseo a neng a ba lemose ka tsona. Ba latela mafeela, mme le bona ba fetoha mafeela. Ba etsisa bahetene ba neng ba ahelane le bona, athe Morena o ne a ile a ba laela hore ba se ke ba ba etsisa. Ba furalla melao yohle ya Morena Modimo wa bona: Ba ipopela ditshwantsho tse pedi tsa manamane, ba iketsetsa setshwantsho sa Ashera; ba kgumamela letsatsi, le kgwedi, le dinaledi, ba sebeletsa Baale. Ba etsa sehlabelo sa setjheso ka bara ba bona le ka baradi ba bona; ba sebedisa bonohe le boloi, ba etsa bokgopo mahlong a Morena, hore ba mo halefise. Ka baka leo, Morena a halefela Baiseraele haholo, a ba lelekela hole le sefahleho sa hae, ha se ke ha sala le ya mong, haese ba morabe wa Juda feela. Le bona Bajuda ha ba a ka ba boloka melao ya Morena Modimo wa bona, hobane ba ile ba etsa tseo Baiseraele ba neng ba ile ba di etsa. Morena a furalla ditloholo tsohle tsa Baiseraele, a di hlokofatsa, a neelana ka tsona matsohong a batlatlapi ba tsona, ho fihlela a di lelekela hole le sefahleho sa hae. Morena a arohanya Baiseraele ho ba ntlo ya Davida, yaba Baiseraele ba bea Jeroboame, mora wa Nebate, hore e be kgosi ya bona. Jeroboame a kgelosa Baiseraele hore ba se hlole ba latela Morena, mme a etsa hore ba sitelwe Morena haholo. Bana ba Iseraele ba etsa dibe tsohle tseo Jeroboame a ileng a di etsa, ba se ke ba di tlohela; ho fihlela Morena a ba lelekela hole le sefahleho sa hae, jwalokaha a ne a bolele ka bahlanka ba hae, e leng baporofeta. Ka mokgwa o jwalo, Baiseraele ba ntshwa naheng ya bona, ba iswa naheng ya Baasiria, moo ba ntseng ba le hona teng le kajeno-ya-bokajeno. Jwale kgosi ya Asiria ya tlisa batho ba tswang Babilona, le Kuta, le Afa, le Hamate, le Sefarafaime, ya ba bea metseng ya Samaria, moo e neng e le ha Baiseraele. Samaria ya eba ya bona, mme ba aha metseng ya yona. Ha ba ne ba qala ho fihla moo, ba ne ba sa hlomphe Morena. Ka baka leo, Morena a ba romella ditau, tsa bolaya ba bang ba bona. Ka hona ba tsebisa kgosi ya Asiria, ba re: “Ditjhaba tseo o di tlositseng moo di neng di ahile teng, mme wa di bea metseng ya Samaria, ha di tsebe molao wa Modimo wa naha eo. Ka baka leo, Modimo eo o di rometse ditau; di bolaya ditjhaba tseo, hobane ha di tsebe molao wa Modimo wa naha eo.” Yaba kgosi ya Asiria e laela, e re: “Tsamayang le e mong wa baprista bao le ileng la ba tlisa mona, a yo dula moo, mme a ba rute molao wa Modimo wa naha eo.” Jwale e mong wa baprista ba neng ba thopilwe Samaria a tsamaya, a ya aha Bethele, mme a ba ruta ho hlompha Morena. Leha ho le jwalo, setjhaba ka seng sa iketsetsa medimo ya sona, sa e bea ditempelaneng tse dibakeng tseo ho rapellwang medimo ya bohata ha tsona, tseo Basamaria ba neng ba di hahile. Setjhaba ka seng se ne se etsa jwalo metseng eo se neng se ahile ho yona. Bafaladi ba tswang Babilona ba iketsetsa modimo o bitswang Sukote-Benote; ba tswang Kuta ba iketsetsa o mong o bitswang Neregale; ba tswang Hamate ba iketsetsa o bitswang Ashima. Ba tswang Afa ba iketsetsa modimo o bitswang Nibehase le Taretake; ba tswang Sefara bona ba etsa dinyehelo tsa setjheso ka bana ba bona, ba di etsetsa Adarameleke le Anameleke, e leng medimo ya Sefarafaime. Leha batho bana ba ne ba ntse ba hlompha Morena, ba ile ba ikethela baprista mefuteng yohle ya bona, ba neng ba ba etsetsa mahlabelo dibakeng tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona. Ba ne ba hlompha Morena, empa ba ntse ba sebeletsa medimo eo ya bona, jwalokaha ba ne ba ntse ba e sebeletsa dinaheng tseo ba tswang ho tsona. Le kajeno-ya-bokajeno ba sa ntse ba phela ho ya ka meetlo eo ya bona ya pele. Ha ba hlomphe Morena, mme ha ba phethe ditaelo, kapa melao eo Morena a neng a e laele bana ba Jakobo, eo a neng a mo ree lebitso la Iseraele. Ke bona bao Morena a neng a etse selekane le bona, mme a ba laela, a re: “Le se ke la hlompha medimo e meng, le se ke la e kgumamela, leha e le ho e sebeletsa, kapa ho e etsetsa mahlabelo. Empa le hlomphe Morena ya le ntshitseng naheng ya Egepeta ka matla a maholo, le ka letsoho le otlolohileng. Le kgumamele yena, mme le etsetse yena mahlabelo. Kamehla yohle le boloke ditaelo le melao eo a le ngoletseng yona, mme le se ke la hlompha medimo e meng. Le se ke la lebala selekane seo ke se entseng le lona, mme le se ke la hlompha medimo e meng, le mpe le hlomphe Morena Modimo wa lona, mme o tla le namolela matsohong a dira tsa lona tsohle.” Leha ho le jwalo, ha ba a ka ba mamela; ba nna ba phela ho ya ka meetlo ya bona ya pele. Ditjhaba tsena di ne di hlompha Morena, empa tsona, le bana ba tsona, le ditloholo tsa tsona, tsa nna tsa sebeletsa le medimo ya tsona ya ditshwantsho tse betlilweng. Jwalokaha bo-ntata tsona ba ne ba etsa, le tsona di ntse di etsa jwalo le kajeno-ya-bokajeno. Hesekiya, mora wa Akase, kgosi ya Juda, o ne a qale ho busa ka selemo sa boraro sa puso ya Hoshea, mora wa Ela, kgosi ya Iseraele. O ne a ena le dilemo tse mashome a mabedi a metso e mehlano ha a qala ho busa, mme a busa ka dilemo tse mashome a mabedi a metso e robong, a le Jerusalema. Lebitso la mmae e ne e le Abi, moradi wa Sakariya. Hesekiya a etsa tse lokileng mahlong a Morena, jwalokaha Davida, ntataemoholo, a ne a ile a etsa. A fedisa dibaka tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, a pshatla difika tseo ba di kgumamelang, a rathaka le ditshwantsho tsa Ashera. A pshatla le noha ya lethose e neng e etswe ke Moshe, a e etsa mokungwane, hobane ho fihlela mohlang oo, setjhaba sa Iseraele se ne se tjhesetsa noha eo mokubetso. Noha eo e ne e reilwe lebitso la Nehushetane. Hesekiya a tshepa Morena Modimo wa Iseraele. Hara dikgosi tsa Juda tse ileng tsa mo hlahlama, esita le tse bileng teng pele ho yena, ha ho a ka ha eba le kgosi, le e nngwe, e kileng ya tshwana le yena. O ne a kgomaretse Morena, a sa phetse ho mo latela. A boloka melao eo Morena a neng a e laetse Moshe. Morena a ba le Hesekiya, mme a atleha ho tsohle tseo a neng a di etsa. Yaba Hesekiya o fetohela kgosi ya Asiria, o hana ho e sebeletsa. A hlola Bafilesita ho ya fihla Gasa, a hapa metse le metsana yohle ya yona. Ka selemo sa bone sa puso ya kgosi Hesekiya, seo e neng e le sa bosupa sa puso ya Hoshea, mora wa Ela, kgosi ya Iseraele, Salemanesere, kgosi ya Asiria, a futuhela Samaria, a e etsetsa thibella. Kamora dilemo tse tharo a e hapa. Samaria ya hapuwa ka selemo sa botshelela sa puso ya Hesekiya, e leng sa borobong sa puso ya Hoshea, kgosi ya Iseraele. Kgosi ya Asiria ya thopa Baiseraele, ya ba isa naheng ya Asiria. Ya ba bea Hala, le pela noka ya Habore, e Gosane; ya ba bea le metseng ya Bamede. Tsena di ile tsa etsahala hobane Baiseraele ba ne ba sa ka ba mamela lentswe la Morena Modimo wa bona. Ba ne ba ile ba roba selekane sa Morena; le tsohle tseo Moshe, mohlanka wa Morena, a neng a ba laetse tsona, ba ne ba sa ka ba di mamela, leha e le ho di phetha. Ka selemo sa leshome le metso e mene sa puso ya kgosi Hesekiya, Saneheribe, kgosi ya Asiria, a futuhela metse yohle ya Juda, e neng a haheleditswe, mme a e hapa. Hesekiya, kgosi ya Juda, a romela molaetsa Lakishe, ho kgosi ya Asiria, a re: “Ke sitilwe; ke a o kopa: Ako kgaotse ho mphutuhela, mme ke tla ntsha lekgetho leo o le batlang.” Kgosi ya Asiria ya re ho kgosi ya Juda e ntshe lekgetho la silefera e boima ba dikilo tsa dikete tse leshome, le kgauta e boima ba dikilo tse sekete. Hesekiya a mo nea silefera yohle e neng e le ka Tempeleng ya Morena, le e neng e le ka letloleng la ntlo ya kgosi. Ka yona nako eo, Hesekiya, kgosi ya Juda, a manolla kgauta eo a neng a e manehile mamating a Tempele ya Morena, le hodima dikosene, a e romela ho kgosi ya Asiria. Jwale kgosi ya Asiria ya romela lebotho le leholo, le tlohang Lakishe, ho ya futuhela kgosi Hesekiya, a le Jerusalema. Lebotho leo le ne le tswile le mookamedi wa balaodi, le molaodi wa mabotho, le molaodi wa ntwa. Ba nyolohela Jerusalema, ba fihla ba emisa moseleng wa letshana le kahodimo, pela mmila o yang setsheng sa Mohlatswi wa Masela. Yare hoba ba bitse kgosi, ha tla ho bona Eliakime, mora wa Hilekiya, eo e neng e le mookamedi wa lelapa la kgosi, le Shebena, eo e neng e le mongodi wa lekgotla, le Jowa, mora wa Asafo, eo e neng e le mongodi wa diketsahalo. Molaodi wa ntwa a re ho bona: “Bolellang Hesekiya, le re ho yena: Kgosi e kgolo, kgosi ya Asira, e bua tjena, e re: Ntshepedi-ya-ntshepe, eo o nang le yona kgotodiyeng, ke efe? O re o na le boeletsi le bonatla ntweng, empa polelo ena ke ya molomo feela. Ebe o tshepile mang, ha o mphetohetse tjee? Bona mona, o tshepile Egepeta, e leng lere la lehlaka le peperaneng, le hlabang seatla sa motho ya itshetlehang ka lona. Faro, kgosi ya Egepeta, o jwalo ho bohle ba mo tshepileng. Empa haeba o re ho nna: Re tshepile Morena Modimo wa rona, na hase yena eo Hesekiya a heleditseng dibaka tsa hae tsa borapedi, le dialetare tsa hae, a ba a re ho baahi ba Juda le ho ba Jerusalema: Le tla rapella kapele ho aletare ee, le le Jerusalema? “ Ka baka leo, ke o tswela kgomo: Etsa ditumellano le monga ka, kgosi ya Asiria, mme ke tla o nea dipere tse dikete tse pedi, haeba o na le ba ka di palamang. Haeba o tshepile hore Egepeta e tla o nea dikariki tsa ntwa le bapalami, ebe o ka tseba ho phekgola molaodi leha a le mong feela wa bahlanka ba eisehang ba monga ka? Na ke futuhetse naha ee, ho tla e timetsa, e se ka taelo ya Morena? Morena o ile a re ho nna: Futuhela naha ena, o e timetse! ” Jwale bo-Eliakime, mora wa Hilekiya, le Shebena, le Jowa, ba re ho molaodi wa ntwa: “Re a o kopa: Ako bue Searame le bahlanka ba hao, hobane re a se tseba. O se ke wa bua Seheberu moo batho bana ba lerakong ba ntseng ba utlwa.” Empa molaodi wa ntwa a re ho bona: “Na monga ka o nthomme ho monga lona, le ho lona feela, ho tla bua mantswe aa? Tjhe, o nthomme le ho banna bano ba dutseng hodima lerako, ba tla ja masepa a bona, ba nwe le moroto wa bona, jwalokaha le lona le tla etsa jwalo.” Yaba molaodi wa ntwa o a ema, o howeletsa haholo ka puo ya Seheberu, o re: “Mamelang polelo ya kgosi e kgolo, kgosi ya Asiria! Kgosi e bua tjena: Le se ke la thetswa ke Hesekiya, hobane a ke ke a le pholosa matsohong a ka. Le se ke la dumela ha Hesekiya a re le tshepe Morena, a re: Morena o tla fela a re namolele, le motse ona o ke ke wa newa kgosi ya Asiria. “Le se ke la mamela Hesekiya, hobane kgosi ya Asiria e bua tjena: Etsang selekane le nna, le ineele, ebe le tla ho nna. Motho ka mong o tla ja morara wa hae, motho ka mong a je feiye ya hae, motho ka mong a nwe le metsi a sediba sa hae, ho fihlela ke le isa naheng e kang ya lona, e leng naha e nang le koro le veine e ntjha; naha e nang le dijo le masimo a morara; naha e nang le ole ya mohlwaare le mahe a dinotshi, hore le tle le phele, le se ke la shwa. “ Le se ke la mamela Hesekiya ha a ntse a le thetsa, a re: Morena o tla re namolela! Hara medimo ya ditjhaba tsee, na o teng o kileng wa lopolla naha ya wona matsohong a kgosi ya Asiria? E kae medimo ya Hamate le ya Arepade? E kae medimo ya Sefarafaime, le Hena, le Ifa? Na e namoletse Samaria matsohong a ka? Ke modimo ofe, hara medimo ya dinaha tsee, o kileng wa lopolla naha ya oona matsohong a ka, hoo jwale le hopolang hore Morena o tla lopolla Jerusalema matsohong a ka? ” Empa setjhaba sa kgutsa tu! sa se ke sa mo araba, hobane taelo ya kgosi e ne e itse: “Le se ke la mo araba!” Jwale bo-Eliakime, mora wa Hilekiya, eo e neng e le mookamedi wa lelapa la kgosi, le Shebena, eo e neng e le mongodi wa lekgotla, le Jowa, mora wa Asafo, eo e neng e le mongodi wa diketsahalo, ba fihla ho Hesikiya, ba hahotse diaparo tsa bona, mme ba mo phetela dipolelo tsa molaodi wa ntwa. Ha kgosi Hesekiya a utlwa ditaba tsena a hahola diaparo tsa hae, a apara lesela le mahwashe, a kena ka Tempeleng ya Morena. Yaba o roma Eliakime, eo e neng e le mookamedi wa lelapa la hae, le Shebena, eo e neng e le mongodi. Le baprista ba baholo, ba apere tse mahwashe. A ba roma ho moporofeta Esaya, mora wa Amose. Ba fihla ba re ho Esaya: “Hesekiya o bua tjena: Letsatsi lena ke la tsietsi, le la ho kgalemelwa, le la ho nyefolwa. Ke nako ya ho beleha bana, empa matla a ho ba beleha ha a yo. Mohlomong Morena Modimo wa hao, o tla utlwa mantswe a molaodi wa ntwa, eo monga hae, kgosi ya Asiria, a mo rommeng ho nyedisa Modimo ya phelang, mme a mo otle. Ka baka leo, rapella ba ntseng ba phela. ” Ha bahlanka ba kgosi Hesekiya ba fihla ho Esaya, yena a re ho bona: “Bolellang monga lona, le re: Morena o bua tjena: O se ke wa tshoswa ke mantswe ao o a utlwileng, ao balaodi ba mabotho a kgosi ya Asiria ba nnyefotseng ka wona. Kgosi eo e tla utlwa taba tsa bo-fuufu, e ferekane, ebe e kgutlela naheng ya yona, moo e tla bolaelwa teng ka sabole. ” Ha molaodi wa ntwa a utlwela hore kgosi ya Asiria e tlohile Lakishe, yaba o a kgutla, mme a fumana kgosi e futuhetse Lebena. Eitse ha kgosi ya Asiria e utlwa hore Tirehaka, kgosi ya Kushe, o a e futuhela, ya boela ya romela maqosa ho Hesekiya, ya re: “Le bolelle Hesekiya, kgosi ya Juda, le re: O se ke wa thetswa ke Modimo wa hao, eo o mo tshepileng, ha a re Jerusalema e ke ke ya hapuwa ke kgosi ya Asiria. O utlwile seo dikgosi tsa Asiria di se entseng dinaheng tsohle, ka ho di timetsa ho hang; jwale wena o tla phonyoha jwang? Na medimo ya ditjhaba tseo bo-ntataomoholo ba di timeditseng e ile ya di pholosa, e leng medimo ya Gosane, le Harane, le Resefe, le medimo ya setjhaba sa Edene, se neng se le Telasara? E kae kgosi ya Hamate, le kgosi ya Arepade, le kgosi ya motse wa Sefarafaime, le ya Hena, le ya Ifa? ” Hesekiya a amohela lengolo leo a le neilweng ke maqosa ao, a le bala. Yaba o nyolohela ka Tempeleng ya Morena, o fihla a phutholla lengolo leo kapele ho Morena. A rapela Morena, a re: “Oho, Morena Modimo wa Iseraele, wena eo terone ya hao e leng pakeng tsa dikerubime, ke wena o le mong feela o leng Modimo wa mebuso yohle ya lefatshe; ke wena ya entseng lehodimo le lefatshe. Morena, ako sekehe tsebe ya hao, o mamele; Morena, ako tadime, o bone, mme o utlwe mantswe ao Saneheribe a a rometseng ho nyedisa Modimo ya phelang. “Ke nnete, Morena, dikgosi tsa Asiria di timeditse ditjhaba le dinaha tsa tsona; di tjhesitse medimo ya ditjhaba tseo, hobane e ne e se medimo; e ne e le medimo eo batho ba iketseditseng yona ka lehong le ka majwe, mme ke kahoo e timeditsweng. Ka baka leo he, Morena Modimo wa rona, ke a o kopa: Ako re namolele matsohong a kgosi ya Asiria, hore mebuso yohle ya lefatshe e tle e tsebe hore ke wena Morena, Modimo o le mong feela.” Yaba Esaya, mora wa Amose, o romela molaetsa ho Hesekiya, o re: “Morena Modimo wa Iseraele o bua tjena: Ke utlwile thapelo ya hao malebana le Saneheribe, kgosi ya Asiria. Morena o buile mantswe ana, malebana le Saneheribe: “ Moradi wa Sione, wa morwetsana, o o nyedisitse, a o ja tlepane; moradi wa Jerusalema o o thukuthela hlooho. O omantse mang, wa mo ja tlepane? Ke mang eo o ntseng o mo kgaruma? Ke mang eo o mo tlodisang mahlo hodimo? Ke yena Ya Halalelang, wa Iseraele! Ka maqosa a hao o omantse Morena, wa re: “Ka tshwele la kariki tsa ka tsa ntwa, ke hlwele meqasa, ka ya fihla qhoweng tsa Lebanone; ka rema metsukutsuku ya kedare tsa teng, ka rema difate tse kgethehileng tsa moo; ka kenella harehare kgutlong tsa teng, ka kenella harehare mefidibithing. Ka tjheka didiba, ka nwa metsi a baditjhaba, maoto a ka a pshesa melatswana yohle ya Egepeta.” “ Ha o eso utlwe hore di entswe ke nna kgalekgale? Ka di bopa mehleng ya boholoholo? Jwale, ke nna ya entseng hore o be teng, o tlo timetsa metse e haheleditsweng, o e timetse, e be masupi. Baahi ba tsona ba fellwa ke matla, ba tsieleha, ba tsherehana; ba ba jwaloka jwang ba naha, ba ba jwaloka semela se setalana, jwaloka sehlethele sa jwang hodima ntlo, jwaloka koro e phutsang e eso tswale. “ Feela ke tseba leaho la hao, ke tseba mesebetsi ya hao le ho mpurumela ha hao. Ke utlwile ho mpurumela ha hao, le lerata la hao, kahoo ke tla kenya kgwathatha, ke e kenye nkong ya hao, ke kenye le tomo ka hanong la hao, ke be ke o kgutlise le mehlala ya hao. “ Sena e tla ba pontsho ho wena: Monongwaha le tla ja matshwabodi, isao le je tse tswalwang ke dirite; ka sa boraro le tla jala le kotule, le hlome morara, le je tholwana tsa ona. Masalla a ntlo ya Juda a tla tsoha, ho hlahe tlobo le letjha, a anafale, Jerusalema ho tla ba le masalla, thabeng ya Sione ho be le ba phonyohileng, hona ho phethahatswa ke Morena, ka tjheseho. “Ka baka lena, Morena ha a bua ka kgosi ya Asiria o re: Kgosi eo e ke ke ya kena ho ona motse, e ke ke ya o fula ka motsu, kapa ya o futuhela e tshwere thebe, kapa ya o hahela marako a thibella. E tla kgutla le mehlala ya yona, e ke ke ya kena ho ona motse, ho rialo Morena. Motse ona ke tla o sireletsa, ke o pholose, ke o pholosetse nna le mohlanka wa ka Davida. ” Ka bona bosiu boo, lengeloi la Morena la tswa, la ya diahelong tsa Baasiria, la bolaya Baasiria ba dikete tse lekgolo le mashome a robedi a metso e mehlano. Ha bosiu bo wela fatshe, kaofela ha bona ya be e se e le ditopo. Yaba Saneheribe, kgosi ya Asiria, o a kokotoloha, o kgutla le mehlala, o ya dula Ninife. Ka tsatsi le leng, ha a ntse a rapela, a le ka tempeleng ya Niseroke, modimo wa hae, bo-Adarameleke le Saresere, bara ba hae, ba mmolaya ka sabole. Ba balehela naheng ya Ararate, mme Asare-Hadone, mora wa hae, a mo hlahlama. Mehleng eo, Hesekiya a kulela lefu. Yaba moporofeta Esaya, mora wa Amose, o fihla ho yena, o re: “Morena o bua tjena: Lokisa tsa lelapa la hao, hobane o tla shwa; o ke ke wa hlola o phela. ” Jwale Hesekiya a retelehela leboteng, a rapela Morena, a re: “Oho, Morena, ke a o kopa: Ako hopole kamoo ke o sebeleditseng kateng ka botshepehi, le ka pelo e se nang mano, mme ka etsa tse lokileng mahlong a hao.” Yaba Hesekiya o lla habohloko. Esaya o ne a eso tswe ka lebaleng le kahare, ha lentswe la Morena le fihla ho yena, le re: “Kgutla, o yo bolella Hesekiya, moetapele wa setjhaba sa ka, o re ho yena: Morena Modimo wa ntataomoholo, Davida, o bua tjena: Ke utlwile thapelo ya hao, mme ke bone meokgo ya hao. Bona, ke tla o fodisa. Ka letsatsi la boraro o tle o nyolohele ka Tempeleng ya Morena. Ke tla eketsa ditshiu tsa hao ka dilemo tse leshome le metso e mehlano. Wena, le ba motse ona, ke tla le namolela matsohong a kgosi ya Asiria. Motse ona ke tla o sireletsa ka lebaka la ka, le ka lebaka la mohlanka wa ka Davida. ” Yaba Esaya o re: “Tlisang polokwana ya mangangajane a feiye!” Ba e nka, ba e tlamella hodima lethopa, mme a fola. Jwale Hesekiya a re ho Esaya: “Pontsho ya hore Morena o tla mphodisa, le hore ke tla be ke nyolohele ka Tempeleng ya Morena ka letsatsi la boraro, e tla ba efe?” Esaya a re: “Pontsho ya hore Morena o tla phethisa seo a se buileng ke ena: Na o rata ha moriti o ka tjhetjhella pele ka mehato e leshome, kapa o ka tjhetjhella morao ka mehato e leshome?” Hesekiya a araba, a re: “Ho bonolo hore moriti o tjhetjhelle pele ka mehato e leshome; ere o tjhetjhelle morao ka mehato e leshome.” Yaba moporofeta Esaya o rapela Morena, mme Morena a tjhetjhisetsa moriti morao ka mehato e leshome, eo o neng o se o e tsamaile, hodima letlapa le supang nako le entsweng ke Akase. Ka yona nako eo, Merodake-Baladane, mora wa Baladane, kgosi ya Babilona, a romela mangolo le dimpho ho Hesekiya, hobane o ne a ile a utlwela tsa ho kula ha hae. Hesekiya a thabela ditaba tsa maqosa, mme a a bontsha matlotlo a ntlo ya hae. A a bontsha silefera, le kgauta, le dinoko, le ditlolo tsa bohlokwa, le ntlo ya hae ya dihlomo, le tsohle tse ka matloleng a hae. Ha ho a ka ha eba le letho le ka tlung ya hae, le mmusong wa hae, leo Hesekiya a sa kang a a bontsha lona. Yaba moporofeta Esaya o fihla ho kgosi Hesekiya, o re ho yena: “Banna baa ba itseng? Ba itse ba tswa kae?” Hesekiya a araba, a re: “Ba tswa naheng e hole, ya Babilona.” Moporofeta Esaya a re: “Ba bone eng ka tlung ya hao?” Hesekiya a araba, a re: “Ba bone tsohle tse ka tlung ya ka. Ha ho letho ka matloleng a ka, leo ke sa ba bontshang lona.” Yaba Esaya o re ho Hesekiya: “Mamela lentswe la Morena: Mehla e a tla eo ka yona tsohle tse ka tlung ya hao, le tsohle tseo bo-ntatao ba di bolokileng ho fihlela jwale, di tla iswa Babilona. Ha ho letho le tla sala, ho rialo Morena. Ba bang ba bara ba hao, ba tla tswalwa ke wena, ba tla thopuwa, e yo ba bahlanka ka tlung ya kgosi ya Babilona.” Yaba Hesekiya o re ho Esaya: “Lentswe la Morena, leo o le boletseng, le lokile.” Ka pelong ya hae o ne a re: “Mehleng ya ka re tla phela ka kgotso, re sireletsehile.” Diketso tse ding tsa Hesekiya, le tsa bohlabani ba hae, le kamoo a ileng a etsa letshana, le mosele kateng, a kenya metsi ka motseng, di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Juda. Jwale Hesekiya a shwa, mme Manase, mora wa hae, a mo hlahlama. Manase o ne a ena le dilemo tse leshome le metso e mmedi ha a qala ho busa. A busa ka dilemo tse mashome a mahlano a metso e mehlano, a le Jerusalema. Lebitso la mmae e ne e le Hefesiba. A etsa bobe mahlong a Morena, a latela manyala a baditjhaba bao Morena a neng a ba leleke kapele ho bana ba Iseraele. A boela a haha dibaka tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, tseo ntatae Hesekiya a neng a ile a di heletsa. A tsosa dialetare tsa Baale; a etsa setshwantsho sa Ashera, jwalokaha Akabe, kgosi ya Iseraele, a ne a ile a etsa; a kgumamela letsatsi, le kgwedi, le dinaledi, a di sebeletsa. A haha le dialetare ka Tempeleng ya Morena, eo Morena a neng a bue ka yona, a re: “Ke tla kgumamellwa Jerusalema.” A hahela letsatsi, le kgwedi, le dinaledi dialetare mabaleng a mabedi a Tempele ya Morena. A etsa sehlabelo sa setjheso ka mora wa hae, a sebedisa boloi, le bonohe, mme a sebedisana le mathuela, le dinohe. A etsa bobe bo boholo mahlong a Morena, a mo halefisa. Setshwantsho se betlilweng sa Ashera, seo a neng a se entse, a se hloma ka Tempeleng eo Morena a neng a bue ka yona ho Davida le ho mora wa hae Solomone, a re: “Ka Tempeleng ena, le mona Jerusalema, eo ke e kgethileng hara meloko yohle ya Iseraele, ke moo ke tla kgumemellwa teng kamehla yohle. Haeba Baiseraele ba ka hlokomela ho phetha tsohle tseo ke ba laetseng tsona, ho ya ka Molao wohle, oo mohlanka wa ka Moshe a ba laetseng wona, nke ke ka hlola ke etsa hore ba tswe naheng eo ke neng ke e nee bo-ntata bona.” Empa ha ba a ka ba mamela; Manase a ba kgelosa, mme ba etsa bobe bo fetang le ba ditjhaba tseo Morena a neng a di timetse mahlong a bana ba Iseraele. Yaba Morena o bua ka bahlanka ba hae, baporofeta, o re: “Manase, kgosi ya Juda, o entse manyala ana, o bile o entse le bokgopo bo fetang ba Baamore, ba bileng teng pele ho yena, mme o entse hore ba morabe wa Juda ba etse sebe ka ho rapela medingwana ena ya hae ya ditshwantsho. Ka baka lena, Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena: Ke tla dihela koduwa e kgolo hodima Jerusalema le Juda, hoo ditsebe tsa e mong le e mong ya tla e utlwa di tla lla mangenengene. Ke tla ahlola Jerusalema jwalokaha ke ne ke ahlole Samaria, le jwalokaha ke ne ke ahlole lelapa la Akabe. Ke tla hlakola Jerusalema jwalokaha motho a hlakola sejana, a be a se ribeha. Bao e leng masalla a setjhaba sa ka ke tla ba furalla, ke neelane ka bona matsohong a dira tsa bona, ba fetohe batlatlapuwa le bathopuwa ba dira tsohle tsa bona, hobane ba entse bobe mahlong a ka, mme ba nkgalefisa ho tloha mohla bo-ntata bona ba tswang naheng ya Egepeta, ho fihlela kajeno. ” Kantle ho sebe seo a entseng hore ba morabe wa Juda ba se etse, Manase o entse bobe mahlong a Morena, a tsholla madi a mangata a se nang molato, hoo a ileng a phalla kahohle motseng wa Jerusalema. Diketso tse ding tsa Manase, le sebe seo a ileng a se etsa, le tsohle tseo a di entseng, di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Juda. Manase a shwa, mme a epelwa tshimong e bitswang ya Usa, ya ntlo ya hae ya bokgosi. Amona, mora wa hae, a mo hlahlama. Amona o ne a ena le dilemo tse mashome a mabedi a metso e mmedi ha a qala ho busa. A busa ka dilemo tse pedi, a le Jerusalema. Lebitso la mmae e ne e le Meshulemete, moradi wa Haruse, wa motse wa Joteba. Amona a etsa bobe mahlong a Morena, jwalokaha Manase, ntatae, a ne a ile a etsa. A tsamaya mehlaleng yohle ya ntatae, a sebeletsa medingwana ya bohata, a e kgumamela, jwalokaha ntatae a ne a ile a e sebeletsa. A furalla Morena Modimo wa bo-ntatae, a se ke a tsamaya ka tsela ya Morena. Yaba bahlanka ba kgosi Amona ba a mo rera, ba mmolaela ka tlung ya hae. Empa setjhaba sa naha eo sa bolaya bohle ba ileng ba rera kgosi Amona, mme sa bea Josiya, mora wa hae, hore e be kgosi. Diketso tse ding tsa Amona di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Juda. Amona a epelwa lebitleng la hae, tshimong e bitswang ya Usa, mme Josiya, mora wa hae, a mo hlahlama. Josiya o ne a ena le dilemo tse robedi ha a qala ho busa. A busa ka dilemo tse mashome a mararo a motso o mong, a le Jerusalema. Lebitso la mmae e ne e le Jedida, moradi wa Adaya, ya tswang motseng wa Bosekate. Josiya a kgahlisa Morena, a tsamaya mehlaleng yohle ya Davida, ntataemoholo, a se ke a e kgeloha. Ka selemo sa leshome le metso e robedi sa puso ya hae, kgosi Josiya a roma mongodi wa hae Shafane, mora wa Asaleya, setloholo sa Meshulame; a mo roma Tempeleng ya Morena, a re: “Tsamaya, o yo bolella Hilekiya, Moprista e Moholo, hore a bale tjhelete e tlisitsweng ka Tempeleng ya Morena, eo balebedi ba monyako ba e amohetseng ho setjhaba. Tjhelete ena ba e nee basebetsi ba hlokomelang Tempele ya Morena, mme bao ba lefe ba etsang mosebetsi wa ho thiba dikgeo tsa Tempele ya Morena. Ba e nee dibetli tsa mapolanka, le dihahi, le dibetli tsa majwe; ba reke le mapolanka le majwe a betlilweng, ho lokisa Tempele.” Ka baka la botshepehi ba bona, ha ba a ka ba botswa letho mabapi le tjhelete eo ba e neilweng. Yaba Hilekiya, Moprista e Moholo, o re ho Shafane, eo e neng e le mongodi: “Ke fumane Buka ya Molao ka Tempeleng ya Morena.” Hilekiya a nea Shafane buka eo, mme Shafane a e bala. Jwale Shafane eo e neng e le mongodi, a fihla ho kgosi, a e tliseditse molaetsa, a re: “Bahlanka ba hao ba bokeletse tjhelete e neng e le ka Tempeleng. Ba e neile basebetsi ba hlokomelang Tempele ya Morena.” Shafane, eo e neng e le mongodi, a bontsha dikgosi buka, a re: “Buka ena ke e neilwe ke Hilekiya, Moprista e Moholo.” Yaba Shafane o e balla kgosi. Eitse hoba kgosi e utlwe mantswe a tswang Bukeng ena ya Molao, ya hahola diaparo tsa yona. Kgosi ya laela moprista Hilekiya, le Ahikama, mora wa Shafane, le Akabore, mora wa Mmikiya, le Shafane eo e neng e le mongodi, le Asaya, mohlanka wa kgosi, ya re: “Tsamayang, le yo mpotsetsa Morena, le botsetse le setjhaba, le morabe wohle wa Juda, mabapi le mantswe a tswang bukeng ena e fumanweng. Kgalefo eo Morena a re halefetseng ka yona e a tlokoma, kaha bo-ntata rona ba sa ka ba mamela mantswe a buka ena, leha e le ho phetha tse ho itsweng re di etse.” Jwale moprista Hilekiya, le Ahikama, le Akabore, le Shafane, le Asaya, ba ya ho Hulada, moporofeta wa mosadi, mohatsa Shalome, mora wa Tikefa, setloholo sa Harahase, molebedi wa diaparo tsa Tempele. Moporofeta eo o ne a ahile karolong e ntjha ya Jerusalema. Ba fihla ba buisana le yena. Moporofeta a re ho bona: “Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena: Bolellang monna ya le rommeng ho nna, le re: Ke tla dihela sebaka sena le baahi ba sona koduwa, ho ya ka dipolelo tse ngotsweng bukeng eo kgosi ya Juda e tswa e bala. Ke kahobane ba mphuraletse, ba tjhesetsa medimo e meng mokubetso, ba nkgalefisa ka mesebetsi yohle ya bona. Ka baka leo, kgalefo ya ka e tla tlokomela sebaka sena, mme e ke ke ya tingwa. Empa kgosi ya Juda, e le rometseng ho tla e botsetsa Morena, le tle le e bolelle, le re: Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena malebana le mantswe ao o a utlwileng. Ka baka la hobane eitse ha o utlwa mantswe ao ke a buileng ka sebaka sena le baahi ba sona, a hore se tla fetoha lesupi, se rohakehe, wa hahola diaparo tsa hao, pelo ya hao ya eba bonolo, wa ikokobeletsa Morena, wa ntshela ka dikgapha, le nna ke utlwile thapelo ya hao, ho rialo Morena. Ka baka leo he, ke tla o isa ho bo-ntatao, o phomole lebitleng la hao ka kgotso. O ke ke wa bona koduwa eo ke tla e dihela hodima sebaka sena. ” Yaba ba isetsa kgosi ditaba tsena. Kgosi Josiya a roma maqosa, ho mo memela baholo bohle ba Juda le ba Jerusalema. Yaba o nyolohela Tempeleng ya Morena, a ena le banna bohle ba Juda, le baahi bohle ba Jerusalema, le baprista, le baporofeta, le setjhaba sohle sa ba baholo le ba banyenyane. Moo ba ntseng ba utlwa a ba balla mantswe wohle a Buka ya Selekane, e ileng ya fumanwa ka Tempeleng ya Morena. Kgosi ya ema pela tshiya, ya ntjhafatsa selekane kapele ho Morena, e leng sa ho latela Morena, le ho boloka ditaelo tsa hae, le ditemoso tsa hae, le melao ya hae, ka pelo ya yona yohle, le ka moya wa yona wohle, le ho phethisa mantswe a ngotsweng bukeng ena. Batho bohle ba itlama ka selekane seo. Kgosi Josiya a laela Hilekiya, Moprista e Moholo, le baprista ba mokgetho wa bobedi, le balebedi ba monyako, ho ntshetsa kantle ho Tempele ya Morena, dintho tsohle tse neng di etseditswe Baale, le Ashera, le letsatsi, le kgwedi, le dinaledi, ya di tjhesetsa kantle ho Jerusalema, molatswaneng wa Kiderone, mme molora wa tsona wa iswa Bethele. A leleka baprista ba bohata, bao dikgosi tsa Juda di ileng tsa ba hlomamisa ho tjhesa mokubetso dibakeng tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, metseng ya Juda, le dibakeng tse potapotileng Jerusalema. A leleka ba neng ba tjhesetsa Baale mokubetso, ba o tjhesetsa le letsatsi, le kgwedi, le dinaledi, e leng tshweu tsohle tsa lehodimo. A ntsha setshwantsho sa Ashera se ka Tempeleng ya Morena e Jerusalema, a se isa molatswaneng wa Kiderone, a se tjhesetsa teng, a se etsa thuethue, mme molora wa sona a o qhalla hodima mabitla a motse. A heletsa matlo a banna ba kgethetsweng ho etsa bohlola, a neng a le ka Tempeleng ya Morena, e leng moo basadi ba neng ba lohela masela a etsang diaparo tsa Ashera. Kgosi Josiya a leleka baprista bohle metseng ya Juda, a silafatsa dibaka tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, moo baprista bao ba neng ba tjhesetsa mokubetso teng, e leng ho tloha Geba ho ya fihla Beeresheba. A heletsa dibaka tsa borapedi tse dikgorong tsa metse eo, e leng monyakong wa Kgoro ya Joshua, mookamedi wa motse, e neng e le ka letsohong le letshadi la kgoro ya motse. Leha ho le jwalo, baprista ba dibaka tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, ha ba a ka ba atamela aletare ya Morena e Jerusalema, empa ba nna ba eja bohobe bo sa lomoswang, mmoho le baprista ba bang. A silafatsa Tofete e ka kgohlong ya bana ba Hinome, e le hore ho se be motho ya ka etsetsang Moloke sehlabelo sa setjheso ka mora kapa ka moradi wa hae. A tlosa dipere tseo dikgosi tsa Juda di neng di di abetse letsatsi, tse neng di le monyako wa Tempele ya Morena, pela kamore ya Nathane-Meleke wa lehaole, mohlanka wa kgosi. Kamore ena e ne e le lebaleng la Tempele. Kgosi ya tjhesa dikariki tsa ntwa, tse neng di etseditswe letsatsi. Dialetare tse neng di le hodima marulelo a ntlo e kahodimo, ya Akase, tse neng di hahilwe ke dikgosi tsa Juda, le dialetare tseo Manase a neng a di hahile mabaleng a mabedi a Tempele ya Morena, kgosi ya di heletsa, ya di thua, ya lahlela kumokumo ya tsona ka molatswaneng wa Kiderone. Dibaka tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, tse neng di le pela Jerusalema, ka letsohong le letona ho Thaba ya Tshenyeho, tseo Solomone, kgosi ya Iseraele, a neng a di hahetse Asetarote, manyala a Basidone; le Kemoshe, manyala a Bamoabe; le Milekome, manyala a bana ba Amone; tsena tsohle ya di silafatsa. A thua difika tseo ba di kgumamelang, a diha ditshwantsho tsa Ashera, mme moo di neng di le hona teng a qhalla masapo a batho. Le aletare e neng e le Bethele, le sebaka seo ho rapellwang medimo ya bohata ho sona, se neng se hahwe ke Jeroboame, mora wa Nebate, ya neng a etse hore Baiseraele ba etse sebe, le yona, hammoho le sebaka seo sa borapedi, a di thua, a tjhesa sebaka seo ho rapellwang medimo ya bohata ho sona, a se etsa thuethue; a tjhesa le ditshwantsho tsa Ashera. Eitse ha Josiya a reteleha, a bona mabitla mosikong wa thaba, mme a roma maqosa hore a yo epolla masapo ka mabitleng ao. Masapo ao a a tjhesetsa hodima aletare, a e silafatsa, ho ya ka lentswe la Morena, leo moporofeta wa Modimo a neng a ile a le bolela ha a phatlalatsa dintho tsena. Jwale Josiya a re: “Ke lebitla la mang leo, leo ke le bonang?” Banna ba motse ba mmolella, ba re: “Ke lebitla la moporofeta wa Modimo, ya neng a etswa Juda, mme a bolela dintho tsena tseo wena o di entseng ka aletare ya Bethele.” Yaba Josiya o re: “Mo tloheleng, ho se be motho ya epollang masapo a hae.” Kahoo ba tlohela masapo a hae, le masapo a moporofeta ya neng a etswa Samaria. Le ditempelana tse neng di le dibakeng tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, tseo dikgosi tsa Iseraele di neng di halefise Morena ka ho di haha metseng ya Samaria, Josiya a di heletsa, a di etsa seo a ileng a se etsa Bethele. Baprista bohle ba dibaka tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, ba neng ba le moo, a ba bolaela hodima dialetare tseo, a tjhesetsa le masapo a batho hodima tsona, a nto kgutlela Jerusalema. Kgosi Josiya a laela setjhaba sohle, a re: “Etsang mokete wa Paseka ya Morena Modimo wa lona, jwalokaha ho ngotswe Bukeng ena ya Selekane.” Ruri ho ne ho eso ka ho etswa mokete wa Paseka o jwalo, ho tloha mehleng ya Baahlodi ba neng ba ahlolela Baiseraele; esita le mehleng ya dikgosi tsa Iseraele, kapa mehleng ya dikgosi tsa Juda. Empa ka selemo sa leshome le metso e robedi, sa puso ya kgosi Josiya, Morena a etsetswa Paseka e jwalo, Jerusalema. Kahodima mona, dinohe, le baloi, le medingwana ya malapa, le medingwana ya bohata, le dintho tsohle tse nyonyehang, tse neng di le teng naheng ya Juda le Jerusalema, Josiya a di fedisa, e le hore a phethahatse mantswe a Molao, a neng a ngotswe bukeng eo Hilekiya a ileng a e fumana ka Tempeleng ya Morena. Pele ho yena ho ne ho eso ka ho eba le kgosi e kileng ya sebeletsa Morena jwaloka yena. A sebeletsa Morena ka pelo ya hae yohle, le ka moya wa hae wohle, le ka matla a hae wohle, ho ya ka Molao wohle wa Moshe. Le ho bahlahlami ba hae ha ho a ka ha eba le ya kang yena. Leha ho le jwalo, Morena ha a a ka a kgutla kgalefong ya hae e tshabehang, eo a neng a halefetse Juda ka yona, ka baka la mekgwa yohle eo Manase a ileng a mo phephetsa ka yona. Morena a re: “Ke tla hleka Juda kapele ho sefahleho sa ka, jwalokaha ke ile ka hleka Iseraele, le motse ona wa Jerusalema, oo ke o kgethileng, ka re: Ke tla kgumamellwa ho wona, le wona ke tla o lahla.” Diketso tse ding tsa Josiya, le tsohle tseo a ileng a di etsa, di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Juda. Mehleng ya Josiya, Faro Neko, kgosi ya Egepeta, a nyolohela nokeng ya Euferatese ho ya thusa kgosi ya Asiria. Yaba kgosi Josiya o a mo kgaoletsa. Ba kopana Megido, mme Josiya a bolaelwa hona moo. Bahlanka ba hae ba nka setopo sa hae Megido, ka kariki ya ntwa, ba se isa Jerusalema, ba se epela lebitleng la hae. Setjhaba sa naha eo sa tlotsa Jehowakase, mora wa hae, sa mmea hore e be kgosi, a hlahlame ntatae. Jehowakase o ne a ena le dilemo tse mashome a mabedi a metso e meraro, ha a qala ho busa. A busa ka dikgwedi tse tharo, a le Jerusalema. Lebitso la mmae e ne e le Hamutale, moradi wa Jeremia, ya tswang motseng wa Lebena. Jehowakase a etsa bobe mahlong a Morena, ka ho etsa tsohle tseo bo-ntataemoholo ba neng ba di etse. Empa Faro Neko a mo kenya tjhankaneng Ribela, naheng ya Hamate, e le hore a se ke a busa Jerusalema. A ntshisa naha eo lekgetho la silefera e boima ba dikilo tse dikete tse tharo le makgolo a mane, le kgauta e boima ba dikilo tse mashome a mararo a metso e mene. Faro Neko a bea Eliakime, mora wa Josiya, hore a hlahlame ntatae. A mo rea lebitso la Jehoyakime. A isa Jehowakase naheng ya Egepeta, moo a ileng a shwela teng. Jehoyakime a thella Faro ka silefera le ka kgauta, mme a kgethisa setjhaba ho ya kamoo Faro a neng a laetse hore se ntshe lekgetho kateng. A pepeta setjhaba sa naha eo silefera le kgauta, ho ya kamoo motho ka mong a lekanyeditsweng kateng, hore e tle e newe Faro Neko. Jehoyakime o ne a ena le dilemo tse mashome a mabedi a metso e mehlano ha a qala ho busa. A busa ka dilemo tse leshome le motso o mong, a le Jerusalema. Lebitso la mmae e ne e le Sebuda, moradi wa Pedaya, ya tswang motseng wa Ruma. Jehoyakime a etsa bobe mahlong a Morena, ka ho etsa tsohle tseo bo-ntataemoholo ba neng ba di etse. Ha Jehoyakime a ntse a busa, Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, a mo futuhela, mme a mo hlola; Jehoyakime ya eba mohlanka wa hae ka dilemo tse tharo. Hamorao Jehoyakime a fetohela Nebukadenesare. Jwale Morena a neella Jehoyakime ka mabothwana a Bakalatiya, le a Baarame, le a Bamoabe, le a Baamone; a a romela Juda, ho ya e timetsa, mme ha phethahala polelo ya Morena, eo a neng a e bue ka bahlanka ba hae, baporofeta. Tsena tsa etsahala ho Bajuda ka taelo ya Morena, hore a tle a ba hleke kapele ho mahlo a hae, ka baka la dibe tsohle tseo Manase a neng a di etse. Hape e ne e le ka baka la madi a se nang molato, ao Manase a neng a a tsholle, a etsa hore madi a se nang molato a phalle kahohle Jerusalema; kahoo Morena a sitwa ho mo tshwarela. Diketso tse ding tsa Jehoyakime, le tsohle tseo a ileng a di etsa, di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Juda. Yaba Jehoyakime o a shwa, mme Jehoyakine, mora wa hae, a mo hlahlama. Kgosi ya Egepeta ya se ke ya hlola e futuha, hobane kgosi ya Babilona e ne e hapile tsohle tseo e neng e le tsa kgosi ya Egepeta, ho tloha molatswaneng wa Egepeta, ho ya fihla nokeng ya Euferatese. Jehoyakine o ne a ena le dilemo tse leshome le metso e robedi ha a qala ho busa, mme a busa ka dikgwedi tse tharo, a le Jerusalema. Lebitso la mmae e ne e le Nehusheta, moradi wa Elenathane, eo hahabo e neng e le Jerusalema. Jehoyakine a etsa bobe mahlong a Morena, a latela tsohle tseo ntatae a neng a ile a di etsa. Ka yona nako eo, balaodi ba mabotho a Nebukadenesare ba futuhela motse wa Jerusalema, ba o etsetsa thibella. Ha balaodi bao ba mabotho a hae ba ntse ba etseditse motse oo thibella, Nebukadenesare a itlisa ka nama. Jehoyakine, kgosi ya Juda, a tswa motseng, a ya ineela ho kgosi ya Babilona, a ena le mmae, le bahlanka ba hae, le mahosana a hae, le bahlanka ba hae ba mahaole. Kgosi ya Babilona ya mo thopa ka selemo sa borobedi sa puso ya yona. Jwalokaha Morena a ne a ile a bolela, Nebukadenesare a hahara matlotlo wohle a Tempele ya Morena, le matlotlo a ntlo ya kgosi. A pshatla dintho tsohle tsa kgauta, tseo Solomone, kgosi ya Iseraele, a neng a di etseditse Tempele ya Morena. A thopa baahi bohle ba Jerusalema, le mahosana wohle, le bahlabani bohle, kaofela e le bathopuwa ba dikete tse leshome. A thopa le ditsebi tsohle tsa mesebetsi ya matsoho, le malala wohle, ha se ke ha sala le ya mong, haese mafutsana a naha eo. A thopa le Jehoyakine, le mmae, le basadi ba kgosi, le bahlanka ba yona ba mahaole, le bahlabani ba naha eo, a ba tlosa Jerusalema, a ba isa bothopuweng Babilona. Bahlabani bohle ba dikete tse supileng, le ditsebi tsa mesebetsi ya matsoho, le malala a sekete, le bohle ba dinatla, ba matsholathebe, le bona kgosi Nebukadenesare a ba tlosa Jerusalema, a ba isa bothopuweng Babilona. Kgosi ya Babilona ya bea Mataneya, rangwana Jehoyakine, hore e be kgosi ya Juda, mme ya fetola lebitso la hae, ya mo rea la Sedekiya. Sedekiya o ne a ena le dilemo tse mashome a mabedi a motso o mong ha a qala ho busa, mme a busa ka dilemo tse leshome le motso o mong, a le Jerusalema. Lebitso la mmae e ne e le Hamutale, moradi wa Jeremia eo hahabo e neng e le Lebena. Sedekiya a etsa bobe mahlong a Morena, a latela tsohle tseo Jehoyakime a neng a ile a di etsa. Morena a halefela baahi ba Jerusalema le ba Juda, hoo a qeteletseng a ba lelekile kapele ho sefahleho sa hae. Yaba Sedekiya o fetohela kgosi ya Babilona. Ka letsatsi la leshome la kgwedi ya leshome, ka selemo sa borobong sa puso ya Sedekiya, Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, a futuhela Jerusalema ka mabotho a hae wohle, a fihla a hloma pela motse. Ba haha diqhobosheane ho o potapota. Motse oo wa etsetswa thibella ho fihlela ka selemo sa leshome le motso o mong sa puso ya kgosi Sedekiya. Ka letsatsi la borobong la kgwedi ya bone selemong sona seo, tlala e ne e se e le kgolo hara motse, hoo setjhaba sa naha eo se neng se se se hloka le thathana ya bohobe feela. Baahi ba motse oo ba phunya dikgeo marakong, bahlabani bohle ba baleha bosiu, ba tswa ka kgoro e pakeng tsa marako a mabedi, e pela tshimo ya kgosi. Bakalatiya ba ne ba ntse ba potapotile motse oo. Kgosi ya nka tsela e lebang phuleng. Bahlabani ba Bakalatiya ba phaladisa kgosi, ba e tshwara ha e le diphuleng tsa Jeriko. Bahlabani bohle ba kgosi ba e qhalanela, ya sala e le inotshi. Yaba Bakalatiya ba tshwara kgosi Sedekiya, ba mo isa ho kgosi ya Babilona, yona e le Ribela, moo ba ileng ba mo ahlolela hona teng. Ba bolaya bara ba Sedekiya moo a ntseng a ba shebile, yena ba mo honya mahlo, ba mo tlama ka mahlaahlela a lethose, ba mo isa Babilona. Ka letsatsi la bosupa la kgwedi ya bohlano, e leng ka selemo sa leshome le metso e robong sa puso ya Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, Nebusaradane, molaodi wa balebedi, e leng mohlanka wa kgosi ya Babilona, a tla Jerusalema. Nebusaradane a tjhesa Tempele ya Morena, le ntlo ya kgosi, le matlo wohle a Jerusalema, le matlo wohle a banna ba mabitso. Bahlabani bohle ba Bakalatiya, ba neng ba ena le molaodi wa balebedi, ba heletsa marako a potapotileng Jerusalema. Jwale Nebusaradane, molaodi wa balebedi, a thopa batho ba neng ba setse motseng, le baphaphathehi ba ileng ba ineela ho kgosi ya Babilona, le masalla a ditsebi tsa mosebetsi wa matsoho. Empa molaodi wa balebedi a siya mafutsana a naha eo hore a leme masimo a morara le masimo a dijo. Ditshiya tsa lethose, le ditshehetso tsa tsona, le tanka ya lethose eo baprista ba tollang ka ho yona, tsena di ne di le ka Tempeleng ya Morena, mme Bakalatiya ba di pshatla, ba nka lethose la tsona, ba le isa Babilona. Dipitsa, le dikgarafu, le ditimamabone, le dikgaba, le dintho tsohle tse entsweng ka lethose, tseo ho neng ho sebeletswa ka tsona, ba di nka. Molaodi wa balebedi a nka le dipane, le dikotlolo, le dintho tse ding tse entsweng ka kgauta, le tse entsweng ka silefera. Boima ba lethose lohle le entseng ditshiya tse pedi, le tanka, le ditshehetso tseo Solomone a neng a di etseditse Tempele ya Morena, bo ne bo ke ke ba lekanngwa. Bophahamo ba tshiya e le nngwe e ne e le dimethara tse robedi. Kahodima yona ho ne ho ena le kotola ya lethose, bophahamo ba yona e ka ba methara le halofo. Moqhaka wa yona, le dikgarenate tse potapotileng kotola, kaofela di ne di entswe ka lethose. Le tshiya ya bobedi e ne e tshwana le ena ya pele ka mokgabiso. Molaodi wa balebedi a thopa Seraya, Moprista e Moholo, le Sofonea, letsoho la Moprista e Moholo, le balebedi ba bararo ba monyako wa Tempele. Hona motseng moo a ba a thopa molaodi ya neng a okametse bahlabani, le banna ba bahlano, ba bao e neng e le baeletsi ba kgosi, bao a fumaneng ba ntse ba le moo motseng. A thopa le mongodi e moholo wa molaodi wa mabotho, ya neng a hlabela setjhaba sa naha eo mokgosi, le banna ba mashome a tsheletseng ba baahi ba naha eo, ba neng ba le teng moo motseng. Nebusaradane, molaodi wa balebedi, a thopa batho bana, a ba isa Ribela, ho kgosi ya Babilona. Kgosi ya Babilona ya ba kgakgatha, ya ba bolaela hona moo Ribela, naheng ya Hamate. Yaba ka mokgwa o jwalo Bajuda ba ntshwa naheng ya bona. Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, a kgetha Gedaleya, mora wa Ahikama, setloholo sa Shafane, hore e be yena mmusi wa Bajuda ba ileng ba sala moo. Ha balaodi bohle ba mabotho, mmoho le bahlabani ba bona, ba utlwa hore kgosi ya Babilona e kgethile Gedaleya hore e be mmusi, batho bana ba ya ho Gedaleya, a le Misepa: Ishemaele, mora wa Netaniya, le Johanane, mora wa Karea, le Seraya, mora wa Tanehumete wa Monetofa, le Jaasanea, mora wa monna ya ahileng Maaka; ba ya le bahlabani ba bona. Gedaleya a ba hlapanyetsa, mmoho le bahlabani ba bona, a re: “Le tla iphelela hantle. Le se ke la tshaba ho ba bahlanka ba Bakalatiya. Ahang naheng ena, le sebeletse kgosi ya Babilona.” Empa ka kgwedi ya bosupa Ishemaele, mora wa Netaniya, setloholo sa Eleshama wa leloko la kgosi, a tla a ena le banna ba leshome, a fihla a bolaya Gedaleya, a bolaya le Bajuda le Bakalatiya ba neng ba ena le yena moo Misepa. Setjhaba sohle sa ba baholo le ba banyenyane, le balaodi ba mabotho, sa balehela Egepeta, hobane se ne se tshaba Bakalatiya. Ka letsatsi la mashome a mabedi a metso e supileng, ka kgwedi ya leshome le metso e mmedi, selemong sa mashome a mararo a metso e supileng sa ho kenngwa tjhankaneng ha Jehoyakine, kgosi ya Juda, Efile-Merodake, kgosi ya Babilona, a qala ho busa. A hauhela Jehoyakine, kgosi ya Juda, a mo lokolla tjhankaneng. Efile-Merodake a mo tshwara hantle, a mo nea hlompho e fetang eo a neng a e nea dikgosi tse ding tseo a di thopileng. Jehoyakine a hlobola diaparo tseo a neng a di apara ha a le tjhankaneng, mme a jela tafoleng e le nngwe le kgosi ka matsatsi wohle a ho phela ha hae. Ka letsatsi le leng le le leng, kgosi ya Babilona ya mo nea tjhelete ya ho iphedisa, ho fihlela a eshwa. Adama a tswala Seta, Seta a tswala Enoshe, Enoshe a tswala Kenane, Kenane a tswala Mahalalele, Mahalalele a tswala Jarete, Jarete a tswala Henoke, Henoke a tswala Metushela, Metushela a tswala Lameke, Lameke a tswala Nowe, Nowe a tswala Sema, le Kama, le Jafeta. Bana ke bara ba Jafeta: Gomere, le Magogo, le Madai, le Jafane, le Tubale, le Mesheke, le Tirase. Bana ke bara ba Gomere: Ashekenase, le Rifate, le Togarema. Bana ke bara ba Jafane: Elisha, le Tarashishe, le Kitime, le Dodanime. Bana ke bara ba Kama: Kushe, le Miseraime, le Pute, le Kanana. Bana ke bara ba Kushe: Seba, le Hafila, le Sabeta, le Rama, le Sabeteka. Bara ba Rama ke Sheba le Dedane. Kushe a tswala Nimerode. Nimerode ke yena eo e bileng mohale wa pele, e moholo, lefatsheng. Miseraime a tswala Balode, le Baaname, le Balehabe, le Banafetuhe, le Bapatarusi, le Bakasalohe ba tswetseng Bafilesita, le Bakafatore. Kanana a itsibola ka Sidone, ya tla ba Hete, le Bajebuse, le Baamore, le Bagirigashe, le Bahife, le Baareki, le Basine, le Baarefade, le Basemare, le Bahamate. Bara ba Sema ke: Elame, le Asure, le Arepakeshade, le Lode, le Arame, le Use, le Hule, le Getere, le Mashe. Arepakeshade a tswala Shela, mme Shela a tswala Ebere. Ebere a tswala bara ba babedi. Lebitso la e mong e ne e le Pelege, hobane baahi ba lefatshe ba ne ba arohane mehleng ya hae; moena wa hae e ne e le Jokotane. Jokotane a tswala Alamodade, le Shelefe, le Hasere-Mafete, le Jera, le Hadorame, le Usale, le Dikela, le Ebale, le Abimaele, le Sheba, le Ofire, le Hafila, le Jobabe. Bana bohle ke bara ba Jokotane. Bana ke bara ba Sema: Arepakeshade, le Shela, le Ebere, le Pelege, le Reu, le Seruge, le Nakore, le Tera, le Aborame, e leng Aborahama. Bana ke bara ba Aborahama: Isaka, le Ishemaele. Lena ke leloko la Ishemaele: Nebajota, letsibolo la Ishemaele, le Kedare, le Adabeele, le Mibesame, le Mishema, le Duma, le Masa, le Hadade, le Tema, le Jeture, le Nafishe, le Kedema. Bana ke bona bara ba Ishemaele. Bana ke bara ba Ketura, mosadi wa lefielo wa Aborahama. Ketura a tswala Simerane, le Jokoshane, le Medane, le Midiane, le Jishebaka, le Shua. Bara ba Jokoshane ke Sheba le Dedane. Bara ba Midiane e ne e le Efa, le Efere, le Hanoke, le Abida, le Eledaa. Bana bohle ke ditloholo tsa Ketura. Aborahama a tswala Isaka. Bara ba Isaka ke Esau le Iseraele. Bara ba Esau ke Elefase, le Reuele, le Jeushe, le Jalame, le Kora. Bara ba Elefase e ne e le Temana, le Omare, le Sefo, le Fatame, le Kenase, le Timina, le Amaleke. Bara ba Reuele ke bana: Nahate, le Sera, le Shamma, le Misa. Bana ke bara ba Seire: Lotane, le Shobale, le Sebone, le Ana, le Dishone, le Esere, le Dishane. Bana ke bara ba Lotane: Hori, le Homame. Kgaitsedi ya Lotane e ne e le Timina. Bara ba Shobale e ne e le Aleana, le Manahate, le Ebale, le Shefi, le Oname. Bana ke bara ba Sebone: Aya, le Ana. Mora wa Ana ke Dishone. Bara ba Dishone ke Hamerane, le Eshebane, le Jiterane, le Kerane. Bana ke bara ba Esere: Bilehane, le Saafane, le Jakane. Bara ba Dishane ke Use le Arane. Tsena ke dikgosi tse ileng tsa busa naha ya Edomo, ho eso be le kgosi e busang bana ba Iseraele: Bela, mora wa Beore, mme lebitso la motse wa hae e ne e le Dinehaba. Ha Bela a eshwa, Jobabe, mora wa Sera, ya tswang Bosera, a mo hlahlama. Ha Jobabe a eshwa, Hushame, wa naha ya Batemane, a mo hlahlama. Ha Hushame a eshwa, Hadade, mora wa Bedade, ya neng a hlole Bamediane naheng ya Moabe, a mo hlahlama. Lebitso la motse wa hae e ne e le Afite. Ha Hadade a eshwa, Samela wa Masereka a mo hlahlama. Ha Samela a eshwa, Shaule wa Rehobote, e lebopong la Noka a mo hlahlama. Ha Shaule a eshwa, Baale-Hanane, mora wa Akabore, a mo hlahlama. Ha Baale-Hanane a eshwa, Hadade a mo hlahlama. Lebitso la motse wa hae e ne e le Pai, athe la mosadi wa hae e ne e le Mehetabela, moradi wa Matereta, setloholo sa Me-Sahabe. Hadade le yena a shwa. Tsena ke dikgosi tsa Edomo: Timina, le Alea, le Jetete, le Aholebama, le Ela, le Pinone, le Kenase, le Temana, le Mibesare, le Magedeele, le Irame. Tsena ke tsona dikgosi tsa Edomo. Bana ke bara ba Iseraele: Rubene, le Simeone, le Levi, le Juda, le Isakare, le Sebulone, le Dane, le Josefa, le Benjamine, le Nafthali, le Gade, le Ashere. Bana ke bara ba Juda: Ere, le Onane, le Shela. Bana ba bararo o ile a ba tswallwa ke moradi wa Shua wa Mokanana. Ere, letsibolo la hae, o ne a le kgopo mahlong a Morena, mme Morena a mmolaya. Tamare, ngwetsi ya Juda, a tswalla Juda Perese le Sera. Kaofela bara ba Juda ba ne ba le bahlano. Bara ba Perese ke Heserone, le Hamule. Bara ba Sera ke Simeri, le Etane, le Hemane, le Kalekole, le Dara. Kaofela ba ne ba le bahlano. Bara ba Karimi ke Akare, ya ileng a kenya Baiseraele tshotso dinaleng, ka ho inkela dintho tse rohakehileng. Mora wa Etane ke Asariya. Heserone a tswallwa bara bana: Jerahemeele, le Rama, le Kalebe. Rama a tswala Aminadabe, Aminadabe a tswala Naheshone, e leng yena kgosana ya bana ba Juda. Naheshone a tswala Salemone, Salemone a tswala Boase. Boase a tswala Obede, Obede a tswala Jese. Mora wa Jese wa letsibolo ke Eliabe, wa bobedi ke Abinadabe, wa boraro ka Shima, wa bone ke Netanele, wa bohlano ke Radai, wa botshelela ke Oseme, wa bosupa ke Davida. Dikgaitsedi tsa bona e ne e le Seruya le Abikaele. Bara ba Seruya ba ne ba le bararo, e le Abishai, le Joabe, le Asaele. Abikaele a tswala Amasa, eo ntatae e neng e le Jetere wa Moishemaele. Asuba a tswalla Kalebe, mora wa Heserone, moradi ya bitswang Jeriote. A mo tswalla le bara bana: Jeshere, le Shobabe, le Aradone. Hoba Asuba a shwe, Kalebe a nyala Eferata, ya ileng a mo tswalla Hure. Hure a tswala Uri, Uri a tswala Besalele. Ha Heserone a ena le dilemo tse mashome a tsheletseng, a nyala moradi wa Makiri, ntata Gileade. Mosadi eo a mo tswalla mora ya bitswang Segube. Segube a tswala Jaire, ya ileng a ba le metse e mashome a mabedi a metso e meraro naheng ya Gileade. Gesure, le Arame ba hapa Metse ya Jaire, le Kenate le metsana ya yona. E ne e le metsana e mashome a tsheletseng. Bana bohle ke ditloholo tsa Makiri, ntata Gileade. Hoba Heserone a shwe, Kalebe, mora wa hae, a kenela Eferata, mohatsa ntatae, mme eo a mo tswalla Ashehure, ya ileng a thea Tekowa. Bana ke bara ba Jerahemeele, letsibolo la Heserone: Rama ke yena letsibolo, e nto ba Buna, le Orene, le Oseme, le Ahiya. Jerahemeele o ne a ena le mosadi e mong ya bitswang Atara; Atara a tswala Oname. Bara ba Rama, letsibolo la Jerahemeele, ke bana: Maase, le Jamine, le Ekere. Bara ba Oname ke Shamai le Jada. Bara ba Shamai ke Nadabe le Abishure. Lebitso la mosadi wa Abishure e ne e le Abihaele, ya ileng a mo tswalla Akabane, le Molede. Bara ba Nadabe ke Selede, le Apaime. Selede a shwa a se na bana. Apaime a tswala Ishi, Ishi a tswala Sheshane, Sheshane a tswala Akalai. Bana ke bara ba Jada, ngwanabo Shamai: Jetere le Jonathane. Jetere a shwa a se na bana. Bara ba Jonathane ke Pelete le Sasa. Bana kaofela ke bona ditloholo tsa Jerahemeele. Sheshane o ne a se na bara, a ena le baradi feela. O ne a ena le mohlanka wa Moegepeta ya bitswang Jareha. Sheshane a nea mohlanka eo wa hae, Jareha, moradi wa hae, mme moradi eo a mo tswalla Atai. Atai a tswala Nathane, Nathane a tswala Sabada, Sabada a tswala Efalale, Efalale a tswala Obede. Obede a tswala Jehu, mme Jehu a tswala Asariya. Asariya a tswala Helese, Helese a tswala Eleasa, Eleasa a tswala Sisemai, Sisemai a tswala Shalome, Shalome a tswala Jekamia, Jekamia a tswala Eleshama. Bana ke bara ba Kalebe, ngwanabo Jerahemeele: Mesha, e leng letsibolo la hae, a tswala Sife, Sife a tswala Maresha, Maresha a tswala Heborone. Bara ba Heborone ke Kora, le Tapua, le Rekeme, le Shema. Shema a tswala Rahama, Rahama a tswala Jorokowame. Regeme a tswala Shamai. Mora wa Shamai e ne e le Maone, ya ileng a thea Bete-Sure. Kalebe o ne a ena le mosadi wa lefielo ya bitswang Efa, mme a mo tswalla bara ba bararo, e leng Harane, le Mosa, le Gasese. Harane e ne e le ntata Gasese. Bana ke bara ba Jahadai: Regeme, le Jotame, le Geshane, le Pelete, le Efa, le Shaafe. Maaka, mosadi wa lefielo wa Kalebe, a tswala Shebere, le Tirehana. A ba a tswala le Shaafe, ya ileng a thea Mademana; a tswala le Shefa, ya ileng a thea Makebena, le Gibea. Moradi wa Kalebe e ne e le Akasa. Bana ke ditloholo tsa Kalebe, mora wa Hure, letsibolo la Eferata: Shobale a thea Kiriate-Jearime, le Salema, ya ileng a thea Betlelehema, le Harefe, ya ileng a thea Bete-Gadere. Ditloholo tsa Shobale, ya ileng a thea Kiriate-Jearime, e ne e le Baharowe, e leng halofo ya morabe wa Bamanahate. Merabe ya Kiriate-Jearime ke ena: Bajethero, le Baputi, le Bashoma, le Bamishera. Bona ba ile ba tswala merabe ya Basore le Baeshetaole. Bana ke ditloholo tsa Salema: Betlelehema, Banetofa, le Atarote-Bete-Joabe, le halofo ya morabe wa Bamanahate, le Basora. Ena ke merabe ya bangodi ba neng ba ahile Jabese: Batire, le Bashima, le Basuka. Bana ke bona Bakene ba tswetsweng ke Hamate, e leng ntata ba lelapa la Rekabe. Bana ke bara bao Davida a ileng a ba tswala ha a le Heborone. Mora wa hae wa matsibolo ke Amanone, ya tswetsweng ke Ahinoame wa Mojesereele; wa bobedi ke Daniele, ya tswetsweng ke Abikaele wa Mokaramele; wa boraro ya eba Abosalome, mora wa Maaka, moradi wa Talamai, kgosi ya Gesure; wa bone ya eba Adoniya, mora wa Hagite; wa bohlano ya eba Shefatiya, mora wa Abitale; wa botshelela ya eba Jitereame, wa mosadi wa hae ya bitswang Egela. Bana ba tsheletseng ba ile ba tswallwa Heborone, moo Davida a ileng a busa a le hona teng ka dilemo tse supileng le dikgwedi tse tsheletseng. A busa ka dilemo tse mashome a mararo a metso e meraro a le Jerusalema. Bana ba ile ba tswalwa ha a se a le Jerusalema: Shima, le Shobabe, le Nathane, le Solomone. Bana ba bane ba ile ba tswalwa ke Batesheba, moradi wa Amiele. Ba bang e ne e le bo-Jibehare, le Eleshua, le Elipelete, le Noga, le Nefege, le Jafia, le Eleshama, le Eleada, le Elefelede, mme bona ba le robong. Bana kaofela e ne e le bara ba Davida, kantle ho bara bao a ba tswaletsweng ke basadi ba hae ba mafielo. Kgaitsedi ya bona e ne e le Tamare. Mora wa Solomone e ne e le Rehoboame. Rehoboame a tswala Abiya, Abiya a tswala Asa, Asa a tswala Jehoshafate, Jehoshafate a tswala Jehorame, Jehorame a tswala Akasiya, Akasiya, a tswala Jowashe, Jowashe a tswala Amasiya, Amasiya a tswala Asariya, Asariya a tswala Jotame, Jotame a tswala Akase, Akase a tswala Hesekiya, Hesekiya a tswala Manase, Manase a tswala Amona, Amona a tswala Josiya. Bara ba Josiya ke: Johanane, letsibolo la hae, wa bobedi ya eba Jehoyakime, wa boraro ya eba Sedekiya, wa bone ya eba Shalome. Bara ba Jehoyakime e ne e le Jekoneya le Sedekiya. Bara ba Jekoneya, ya ileng a thopuwa, a iswa Babilona, e ne e le Shealetiele, le Malakirame, le Pedaya, le Shenasara, le Jekameya, le Hoshama, le Nedabiya. Bara ba Pedaya ke Serubabele, le Shimei. Bara ba Serubabele ke Meshulame, le Hananiya; kgaitsedi ya bona ke Shelomite. Bara ba bang ba hae ba bahlano ke Hashuba, le Ohele, le Berekiya, le Hasadiya, le Jushabe-Heseda. Bara ba Hananiya ke Pelatiya, le Jeshaya. Jeshaya a tswala Refaya, Refaya a tswala Arenane, Arenane a tswala Obadiya, Obadiya a tswala Shekaniya, Shekaniya a tswala Shemaya, le Hatushe, le Jigale, le Baria, le Neareya, le Shafate. Kaofela ba ne ba tsheletse. Bara ba Neareya ke Eleunai, le Hesekiya, le Asarikama. Ba ne ba le bararo. Bara ba Eleunai ba ne ba supile, e le Hodafiya, le Eleashibe, le Pelaya, le Akube, le Johanane, le Delaya, le Anani. Bana ke bara ba Juda: Perese, le Heserone, le Karimi, le Hure, le Shobale. Reaya, mora wa Shobale, a tswala Jahate, Jahate a tswala Ahumai le Lahade. Ena ke yona merabe ya Basora. Bana ke bara ba Etame: Jesereele, le Jishema, le Jidebashe. Lebitso la kgaitsedi ya bona ke Haseleleponi. Penuele a tswala Gedore. Esere a tswala Husha. Bana ke bona bara ba Hure, letsibolo la Eferata, ya ileng a thea Betlelehema. Ashehure ya ileng a thea Tekowa, o ne a ena le basadi ba babedi, e leng Hela le Naara. Naara a mo tswalla Ahusame, le Hefere, le Temeni, le Hahashatari. Bana ke bara ba Naara. Bara ba Hela ke Serete, le Sohare, le Etenane, le Kose, ya ileng a tswala Anube, le Hasobeba, le ba morabe wa Aharahele, mora wa Harume. Hasobeba o ne a hlompheha ho feta bana babo. Mmae o ne a ile a mo rea lebitso la Jabese, hobane o ne a re: “Ke ile ka mmeleha ka mahlaba a maholo.” Jabese a ipiletsa ho Modimo wa Iseraele, a re: “Ke a o rapela: O ke o ntlohohonolofatse, o nkekeletse naha, o mpaballe, o ntshireletse, mme ke se ke ka hlokofatswa.” Modimo a mo nea seo a se kopileng. Kelobe, ngwanabo Shuha, a tswala Mehire, Mehire a tswala Eshetone, Eshetone a tswala Bete-Rafa, le Paseya, le Tehina, Tehina a tswala Ire-Nahashe. Bana ke bona baahi ba Reka. Bana ke bara ba Kenase: Oteniele, le Seraya. Bara ba Oteniele ke Hatate le Meonotai. Meonotai a tswala Ofera. Seraya a tswala Joabe. Joabe a thea motse o bitswang Kgohlo ya Ditsebi, hobane baahi ba wona e ne e le ditsebi tsa mesebetsi ya matsoho. Bana ke bara ba Kalebe, mora wa Jefune: Iru, le Ela, le Naame. Mora wa Ela ke Kenase. Bana ke bara ba Jehalelele: Sife, le Sifa, le Tiriya, le Asarele. Bana ke bara ba Esera: Jetere, le Merede, le Efere, le Jalone, Merede a nyala Bitiya, moradi wa Faro, mme a mo tswalla moradi ya bitswang Meriama, le bara ba babedi, Shamai le Jisheba. Jisheba ke yena mothei wa Eshetemoa. Mosadi wa hae wa Mojuda a tswala Jerede ya ileng a thea Gedore, le Hebere ya ileng a thea Soko, le Jekutiele ya ileng a thea Sanowa. Bara ba mosadi wa hae Hodiya, kgaitsedi ya Nahama, ke Keila wa Mogarimi, le Eshetemoa wa Maaka. Bara ba Shimone ke Amanone, le Rina, le Bene-Hanane, le Tilone. Bara ba Ishi ke Sohete, le Bene-Sohete. Bana ke bara ba Shela, mora wa Juda: Ere ya ileng a thea Leka, le Lada ya ileng a thea Maresha, le ba merabe ya ba neng ba etsa masela a lene, mane Bete-Ashebea, le Jokime, le baahi ba Koseba, le Jowashe, le Sarafa, e leng ba neng ba busa Moabe le Jashobi-Leheme. Tsena di tswa dingodilweng tsa boholoholo. Bana e ne e le dibopi tse neng di ahile Netaime le Kedera, di sebeletsa kgosi. Bana ke bara ba Simeone: Nemuele, le Jamine, le Jaribe, le Sera, le Shaule. Shaule a tswala Shalome, Shalome a tswala Mibesame, Mibesame a tswala Mishema. Bara ba Mishema ke Hamuele, Hamuele a tswala Sakure, Sakure a tswala Shimei. Shimei o ne a ena le bara ba leshome le metso e tsheletseng, le baradi ba tsheletseng, empa bana babo ba ne ba se na bana; ka lebaka lena morabe wa bona wa se ke wa ata jwaloka morabe wa Juda. Ba ne ba ahile Beeresheba le Molada, le Hasere-Shuale, le Bileha, le Eseme, le Tolada, le Bethuele, le Horema, le Sikelage, le Bete-Marakabote, le Hasere-Susime, le Bete-Biri, le Shaaraime. Ena e bile metse ya bona ho fihlela pusong ya Davida. Metsana e ba potapotileng e ne e le Etame, le Aine, le Rimone, le Tokene, le Ashane, e ne e le metsana e mehlano, le metsana yohle e neng e potapotile metse eo, ho ya fihla Baalate. Ena ke yona metse eo ba neng ba phela ho yona. Lenane la tlhatlhamano ya bona ke lena: Meshobabe, le Jameleke, le Josha, mora wa Amasiya, le Joele, le Jehu, mora wa Joshibiya, setloholo sa Seraya, setloholwana sa Asiele; le Eleunai, le Jaakoba, le Jeshohaya, le Asaya, le Adiele, le Jesimiele, le Benaya, le Sisa, mora wa Shifi, setloholo sa Alone, ya tswetsweng ke Jedaya, Jedaya yha tswetsweng ke Shimeri, Shimeri ya tswetsweng ke Shemaya. Banna bana ba boletsweng kahodimo e ne e le mahosana a merabe yabo bona. Malapa abo bona a ata. Ba nna ba tsamaya ho ya fihla kantle ho meedi ya Gedore, le ho ya fihla botjhabela ho kgohlo, ba ntse ba batlela mehlape ya bona makgulo. Ba fumana makgulo a matle, a nonneng, le naha e namileng, e nang le kgotso, e kgutsitseng. Baahi ba yona ba pele e ne e le Bahame. Banna bana ba boletsweng ka mabitso ba ne ba fihle mehleng ya Hesekiya, kgosi ya Juda. Ba futuhela diahelo tsa Bahame le tsa Bameune ba neng ba ahile moo, ba ba ripitla ho hang, jwalokaha ho ntse ho bonahala le kajeno-ya-bokajeno. Jwale ba aha naheng eo ya bona, hobane mehlape ya bona e ne e fumane makgulo. Banna ba ka bang makgolo a mahlano, ba morabe ona wa Simeone, ba futuhela Thaba ya Seire ba eteletswe pele ke Pelatiya, le Neareya, le Refaya, le Usiele, bara ba Ishi. Ba bolaya masalla a Baamaleke a ileng a phonyoha, mme ba aha naheng eo ya bona ho fihlela kajeno-ya-bokajeno. Rubene ke yena letsibolo la Iseraele. Empa ka lebaka la ho silafatsa diphate tsa ntatae, tokelo tsa hae tsa boholo di ile tsa newa bara ba Josefa, mora wa Iseraele; ka hona ha a yo lenaneng, ho latela tswalo ya hae. Le hoja Juda a ne a le matla ho feta bana babo, mme mmusi a ile a hlaha lapeng la hae, ditokelo tsa boholo e ile ya eba tsa Josefa. Bara ba Rubene, letsibolo la Iseraele, ke bana: Hanoke, le Palo, le Heserone, le Karimi. Bara ba Joele ke Shemaya ya tswetseng Gogo, Gogo ya tswetseng Shimei. Shimei yena a tswala Mmika, Mmika a tswala Reaya, Reaya a tswala Baala, Baala a tswala Beera, eo Tigelate-Pilesere, kgosi ya Asiria, a ileng a mo thopa. E ne e le yena kgosana ya ba morabe wa Rubene. Lenaneng la bana babo, ho ya ka malapa abo bona, ke kgosana Jeiele, le Sekariya, le Bela ya tswetsweng ke Asase, Asase ya tswetsweng ke Shema, Shema ya tswetsweng ke Joele. Naha ya bona, e ne e tloha Arowere, ho ya fihla Nebo, le Baale-Meone. Ka botjhabela ba aha ho tloha qetheng ya lehwatata le ilo fihla nokeng ya Euferatese, hobane mehlape ya bona e ne e ile ya ata ha ba le Gileade. Nakong ya puso ya Saule ba futuhela Bahagare, mme ba ba hlola. Yaba ba se ba kena ditenteng tsa Bahagare, naheng yohle e ka botjhabela ho Gileade. Ba morabe wa Gade ba ne ba ahile naheng ya Bashane, ho ya fihla Saleka. Moo Bashane, Joele e ne e le kgosana ya bona, Shafame a mo hlahlama, e ntano ba Janai, le Shafate. Bang ka bona, ho ya ka malapa abo bona, e ne e le Mikaele, le Meshulame, le Sheba, le Jorai, le Jakane, le Sia, le Ebere. Ba ne ba supile. Bana ke bona bara ba Abihaele, mora wa Huri, ya tswetsweng ke Jarowa, Jarowa wa Gileade, Gileade wa Mikaele, Mikaele wa Jeshishai, Jeshishai wa Jahedo, Jahedo wa Buse. Ahi, mora wa Abadiele, setloholo sa Guni, e ne e le yena kgosana ya malapa ana. Ba morabe wa Gade ba ne ba ahile Gileade e Bashane, le metsaneng ya yona, le makgulong wohle a naha ya Sharone, ho ya fihla moo e fellang teng. Tsena tsohle di ile tsa ngolwa lenaneng la ditaba tsa bona mehleng ya ha Jotame e le kgosi ya Juda, Jeroboame yena e le kgosi ya Iseraele. Ba morabe wa Rubene le ba morabe wa Gade, le halofo ya ba morabe wa Manase, ba ne ba ena le bahale ba tsebang ho lwana ka thebe le sabole, ba tsebang le ho fula ka metsu, ba kwetliseditsweng ntwa. Palo ya bona e ne e le dikete tse mashome a mane a metso e mene le makgolo a supileng le mashome a tsheletseng. Ba futuhela Bahagare, le Bajeture, le Banafishe, le Banodabe. Ba ile ba ipiletsa ho Modimo ha ba le ntweng, a mamela dithapelo tsa bona, hobane ba ne ba mo tshepa, mme a neelana ka Bahagare le bathusi bohle ba bona matsohong a bona. Ba hapa mehlape ya bona, e le dikamele tse dikete tse mashome a mahlano, le dinku tse dikete tse makgolo a mabedi le mashome a mahlano, le ditonki tse dikete tse pedi. Ba thopa le bahlabani ba dikete tse lekgolo. Ba bolaya ba bangata, hobane e ne e le Modimo ya ba lwanelang. Ba aha naheng eo, ho fihlela ha ba thopuwa. Halofo ya setjhaba sa ba morabe wa Manase e ne e atile haholo, kahoo ya aha naheng eo, ho tloha Bashane ho ya fihla Baale-Heremone, le Senire, le thabeng ya Heremone. Dihlooho tsa malapa abo bona ke tsena: Efere, le Ishi, le Eleele, le Asariele, le Jeremia, le Hodafiya, le Jahediele. E ne e le bahale ba tumileng, e bile e le dihlooho tsa malapa abo bona. Empa ba sitelwa Modimo wa bontata bona, ba kgumamela medimo ya ditjhaba tsa naha eo, tseo Modimo a ileng a di fedisa kapele ho bona. Ka baka leo, Modimo wa Iseraele a hlohleletsa Pule, kgosi ya Asiria, e leng Tigelate-Pilesere, hore a thope ba morabe wa Rubene, le ba morabe wa Gade, le halofo ya setjhaba sa ba morabe wa Manase, a ba ise Hala, le Habore, le Hara, le nokeng ya Gosane, moo ba ntseng ba ahile teng le kajeno-ya-bokajeno. Bana ke bara ba Levi: Gereshone, le Kohate, le Merari. Bara ba Kohate ke Amorame, le Isihare, le Heborone, le Usiele. Bana ba Amorame ke Arone, le Moshe, le Meriama; bara ba Arone ke Nadabe, le Abidu, le Eleasare, le Itamare. Eleasare a tswala Finease, Finease a tswala Abishua, Abishua a tswala Buki, Buki a tswala Usi, Usi a tswala Seraya, Seraya a tswala Meraote, Meraote a tswala Amariya, Amariya a tswala Ahitube, Ahitube a tswala Sadoke, Sadoke a tswala Ahimase, Ahimase a tswala Asariya, Asariya a tswala Johanane; Johanane a tswala Asariya. Enwa ke yena ya neng a sebeletsa ka Tempeleng eo Solomone a ileng a e haha Jerusalema. Asariya a tswala Amariya, Amariya a tswala Ahitube, Ahitube a tswala Sadoke, Sadoke a tswala Shalome, Shalome a tswala Hilekiya, Hilekiya a tswala Asariya, Asariya a tswala Seraya, Seraya a tswala Jehosadaka. Jehosadaka ya eba mothopuwa ha Morena a etsa hore Nebukadenesare a thope Juda le Jerusalema. Bana ke bara ba Levi: Gereshone, le Kohate, le Merari. Ana ke mabitso a bara ba Gereshone: Lebeni, le Shimei. Bana ke bara ba Kohate: Amorame, le Isihare, le Heborone, le Usiele. Bana ke bara ba Merari: Mahele le Mushi. Ana ke wona malapa a morabe wa Levi, ho ya ka bo-ntata bona. Ba lelapa la Gereshone: Gereshone a tswala Lebeni, Lebeni a tswala Johate, Johate a tswala Simma, Simma a tswala Jowa, Jowa a tswala Ido, Ido a tswala Sera, Sera a tswala Jeaterai. Bara ba Kohate: Kohate a tswala Aminadabe, Aminadabe a tswala Kora, Kora a tswala Asire, Asire a tswala Elekana, Elekana a tswala Abiasafo, Abiasafo a tswala Asire, Asire a tswala Tahate, Tahate a tswala Uriele, Uriele a tswala Usiya, Usiya a tswala Shaule. Bara ba Elekana ke Amasai le Ahimote; Ahimote a tswala Elekana, Elekana a tswala Sofai, Sofai a tswala Nahate, Nahate a tswala Eliabe, Eliabe a tswala Jerohame, Jerohame a tswala Elekana, Elekana a tswala Samuele. Bara ba Samuele: Joele ke letsibolo la hae, a hlahlangwa ke Abiya. Bara ba Merari: Merari a tswala Mahele, Mahele a tswala Lebeni, Lebeni a tswala Shimei, Shimei a tswala Usa, Usa a tswala Shima, Shima a tswala Hagiya, Hagiya a tswala Asaya. Bana ke banna bao Davida a ileng a ba kgetha ho tsamaisa mmino ka Tempeleng ya Morena, kamora hoba areka e fihle Jerusalema. Ha Solomone a eso ka a haha Tempele ya Morena, Jerusalema, ba ne ba ye ba binele kapele ho areka, ka Tenteng ya Morena. Ba ne ba bina ka ho hlahlamana, ho latela lenane le neng le hlophisitswe. Bana ke bona banna ba neng ba sebeletsa, hammoho le bara ba bona: Ba morabe wa Kohate: Hemane wa kgeleke ke mora wa Joele, setloholo sa Samuele, Samuele mora wa Elekana, Elekana mora wa Jerohame, Jerohame mora wa Eleele, Eleele mora wa Towa, Towa mora wa Sufe, Sufe mora wa Elekana, Elekana mora wa Mahate, Mahate mora wa Amasai, Amasai mora wa Elekana, Elekana mora wa Joele, Joele mora wa Asariya, Asariya mora wa Sofonea, Sofonea mora wa Tahate, Tahate mora wa Asire, Asire mora wa Abiasafo, Abiasafo mora wa Kora, Kora mora wa Isihare, Isihare mora wa Kohate, Kohate mora wa Levi, Levi mora wa Iseraele. Ya neng a bina a eme ka letsohong le letona le Hemane, ke Asafo: Asafo mora wa Berekiya, Berekiya mora wa Shima, Shima mora wa Mikaele, Mikaele mora wa Baaseya, Baaseya mora wa Malakiya, Malakiya mora wa Eteni, Eteni mora wa Sera, Sera mora wa Adaya, Adaya mora wa Etane, Etane mora wa Simma, Simma mora wa Shimei, Shimei mora wa Johate, Johate mora wa Gereshone, Gereshone mora wa Levi. Bana babo bona, e leng bara ba Merari, ba neng ba bina ba le ka letsohong la hae le letshehadi ke Etane mora wa Kishi, Kishi mora wa Abade, Abade mora wa Maloke, Maloke mora wa Hashabiya, Hashabiya mora wa Amasiya, Amasiya mora wa Hilekiya, Hilekiya mora wa Amasi, Amasi mora wa Bani, Bani mora wa Shemere, Shemere mora wa Mahele, Mahele mora wa Mushi, Mushi mora wa Merari, Merari mora wa Levi. Balevi ba bang ba ne ba abetswe mesebetsi e meng yohle ka Tenteng ya Morena. Bo-Arone le ditloholo tsa hae e ne e le bona ba etsetsang nyehelo ya setjheso hodima aletare ya mahlabelo, ba tjhesetsang le mokubetso hodima aletare ya mokubetso. Ba ne ba bile ba etsa tsohle tse neng di etswa ka Sehalalelong se halalelang ka ho fetisisa, ba etsetsa Iseraele tefelo ya dibe, ho latela tsohle tseo Moshe, mohlanka wa Modimo, a neng a di laetse. Bana ke bara ba Arone: Arone a tswala Eleasare, Eleasare a tswala Finease, Finease a tswala Abishua, Abishua a tswala Buki, Buki a tswala Usi, Usi a tswala Seraya, Seraya a tswala Meraote, Meraote a tswala Amariya, Amariya a tswala Ahitube, Ahitube a tswala Sadoke, Sadoke a tswala Ahimase. Ena ke meedi ya dibaka tseo ba morabe wa Kohate, e leng ditloholo tsa Arone, ba ileng ba di abelwa ka lotho, mme ba haha ho tsona. Ba ile ba abelwa Heborone e naheng ya Juda, le makgulo a e potapotileng. Empa ha e le masimo a motse le metsana ya yona, a ile a abelwa Kalebe, mora wa Jefune. Bara ba Arone ba newa metse ena e naheng ya Juda: Heborone, motse oo ho tshabelwang ho wona, le Lebena le makgulo a yona, le Jatire le makgulo a yona, le Eshetemoa le makgulo a yona, le Hilene le makgulo a yona, le Debiri le makgulo a yona, le Ashane le makgulo a yona, le Bete-Shemeshe le makgulo a yona. Naheng ya ba morabe wa Benjamine ba abelwa Geba le makgulo a yona, le Alemete le makgulo a yona, le Anatote le makgulo a yona. Kaofela metse ya bona, ho ya ka malapa abo bona, e ne le leshome le metso e meraro. Ba bang ba morabe wa Kohate ba abelwa ka lotho metse e leshome naheng e abetsweng karolo ya ba morabe wa Manase. Ditloholo tsa Gereshone, ho ya ka malapa abo tsona, tsa abelwa metse e leshome le metso e meraro naheng ya ba morabe wa Isakare, le ho ya ba morabe wa Ashere, le ho ya ba morabe wa Nafthali, le ho ya ba morabe wa Manase, ba ahileng Bashane. Ditloholo tsa Merari, ho ya ka malapa abo tsona, tsa abelwa metse e leshome le metso e mmedi naheng ya ba morabe wa Rubene, le wa Gade, le wa Sebulone, tsa e abelwa ka lotho. Bana ba Iseraele ba abela Balevi metse ena le makgulo a yona. Metse ena e seng e boletswe ka mabitso, e neng e le ya ba morabe wa Juda, le wa Simeone, le wa Benjamine, ba e abelwa ka lotho. Ba bang ba morabe wa Kohate ba abelwa metse naheng ya ba morabe wa Efraime. Ba abelwa metse eo ho tshabelwang ho yona, e leng Shekeme e naheng e maralla ya Efraime, le makgulo a yona, le Gesere le makgulo a yona, le Jokomeame le makgulo a yona, le Bete-Horone le makgulo a yona; le Aiyalone le makgulo a yona, le Gate-Rimone le makgulo a yona. Naheng e abetsweng karolo ya ba morabe wa Manase ba abelwa Anere le makgulo a yona, le Bileame le makgulo a yona. Metse ena ya abelwa malapa a setseng a ba morabe wa Kohate. Ba morabe wa Gereshone ba abelwa metse ena: Naheng e abetsweng karolo ya ba morabe wa Manase ba abelwa Golane e Bashane le makgulo a yona, le Ashetorate le makgulo a yona. Naheng e abetsweng ba morabe wa Isakare ba abelwa Kedeshe le makgulo a yona, le Daberate le makgulo a yona, le Rama le makgulo a yona, le Anema le makgulo a yona. Naheng e abetsweng ba morabe wa Ashere ba abelwa Mashala le makgulo a yona, le Abadone le makgulo a yona, le Hukoke le makgulo a yona, le Rehobe le makgulo a yona. Naheng e abetsweng ba morabe wa Nafthali ba abelwa Kedeshe e Galelea le makgulo a yona, le Hamone le makgulo a yona, le Kiriataime le makgulo a yona. Naheng ya ba morabe wa Sebulone, karolo e setseng ya ba morabe wa Merari ya abelwa Rimone le makgulo a yona, le Tabore le makgulo a yona. Mose wane ho Jorodane, ka botjhabela ho Jeriko, naheng ya ba morabe wa Rubene, ba abelwa Besere e lehwatateng le makgulo a yona, le Jahasa le makgulo a yona, Le Kedemote le makgulo a yona, le Mefaata le makgulo a yona. Naheng ya ba morabe wa Gade ba abelwa Rama e Gileade le makgulo a yona, le Mahanaime le makgulo a yona, le Heshebone le makgulo a yona, le Jasere le makgulo a yona. Bara ba Isakare e ne e le Tola, le Pua, le Jashobe, le Shimerone. Kaofela ba ne ba le bane. Bara ba Tola e ne e le Usi, le Refaya, le Jeriele, le Jahemai, le Jibesame, le Samuele. E ne e le dihlooho tsa malapa a ntata bona Tola, e bile e le bahale. Mehleng ya Davida palo ya ditloholo tsa Tola e ne e le dikete tse mashome a mabedi a metso e mmedi le makgolo a tsheletseng. Mora wa Usi e ne e le Jiserahiya, bara ba Jiserahiya e le Mikaele, le Obadiya, le Joele, le Jishiya. Ba ne ba le bahlano. Kaofela ha bona e ne e le dihlooho tsa malapa abo bona. Ho ya ka ho hlahlamana ha malapa abo bona, ba ne ba ena le bahlabani ba dikete tse mashome a mararo a metso e tsheletseng, kaha ba ne ba nyetse sethepu, mme ba ena le bana ba bangata. Bang ka bona, e leng ba leloko lohle la Isakare, e ne e le bahlabani ba dikete tse mashome a robedi a metso e supileng. Bara ba Benjamine e ne e le Bela, le Bekere, le Jediaele. Ba ne ba le bararo. Bara ba Bela bona e ne e le Esebone, le Usi, le Usiele, le Jerimote, le Iri. Ba ne ba le bahlano. E ne e le dihlooho tsa malapa abo bona, e bile e le bahale. Bukeng eo ba ngotsweng ho yona, ba ne ba le dikete tse mashome a mabedi a metso e mmedi, le mashome a mararo a metso e mene. Bara ba Bekere bona e ne e le Semira, le Jowashe, le Eleesere, le Eleunai, le Omeri, le Jeremote, le Abiya le Anatotiya, le Alemete. Bana kaofela e ne e le bara ba Bekere. Buka eo ba ngotsweng ho yona ho ya ka malapa abo bona, e hlahisa dihlooho tsa malapa, le bahlabani ba dikete tse mashome a mabedi le makgolo a mabedi. Mora wa Jediaele e ne e le Bilehane; bara ba Bilehane e le Jeushe, le Benjamine, le Ehude, le Kenaneya, le Setane, le Tarashishe, le Ahishahare. Bana kaofela e ne e le ditloholo tsa Jediaele, e le dihlooho tsa malapa abo bona, e bile e le bahale. Ba ne ba le dikete tse leshome le metso e supileng le makgolo a mabedi, mme e le malalaalaotswe. Bara ba Ire e ne e le Shupime, le Hupime; mora wa Ahere e le Hushime. Bara ba Nafthali e ne e le Jaheseele, le Guni, le Jesere, le Shalome. E ne e le ditloholo tsa Bileha. Bara ba Manase, bao a ba tswaletsweng ke mosadi wa hae wa lefielo, wa Moarame, e ne e le Aserele le Makiri, ntata Gileade. Yaba Makiri o nyala kgaitsedi ya Hupime le Shupime, eo lebitso la yona e neng e le Maaka. Mora wa bobedi wa Manase e ne e le Selofehade, ya ileng a ba le baradi feela. Maaka, mohatsa Makiri, a tswala mora, mme a mo rea lebitso la Pereshe; moena wa hae e le Shereshe. Bara ba Pereshe e ne e le Ulame, le Rakema. Mora wa Ulame e ne e le Bedane. Bana e ne e le bona ditloholo tsa Gileade, mora wa Makiri, setloholo sa Manase. Kgaitsedi ya Gileade, Hamolekete, a tswala Ishe-Hode, le Abiesere, le Mahala. Bara ba Shemida e ne e le Akiane, le Shekeme, le Lekehi, le Aniame. Mora wa Efraime e ne e le Shutela. Shutela a tswala Berede, Berede a tswala Elada, Elada a tswala Tahate, Tahate a tswala Sabada, Sabada a tswala Shutela. Efraime o ne a ena le bara ba bang ba babedi, e leng Esere le Elade, ba neng ba bolawe ke banna ba matswallwa a Gate, ha ba ne ba ilo hapa mehlape ya bona. Ntata bona Efraime a ba llela ka nako e telele, mme bana babo ba tla ho tla mo tshedisa. Efraime a boela a kena dikobong tsa mosadi wa hae. Mosadi eo wa hae a ithwala, mme a tswala mora. Efraime a mo rea lebitso le Beria, hobane lelapa la hae le ne le hlahetswe ke bomadimabe. Moradi wa Efraime e ne e le Sheera ya ileng a haha Bete-Horone e tlase, le e hodimo, le Usene-Sheera. Mora e mong wa Efraime e ne e le Refa. Refa a tswala Reshefe, Reshefe a tswala Tela, Tela a tswala Tahane, Tahane a tswala Ladane, Ladane a tswala Amihude, Amihude a tswala Eleshama, Eleshama a tswala Nune, Nune a tswala Joshua. Naha ya bona, eo ba neng ba ahile ho yona, e ne e le Bethele le metsana ya yona. Ka botjhabela e le Naarane, ka bophirimela e le Gesere le metsana ya yona, le Shekeme le metsana ya yona, le ho ya fihla Aya le metsaneng ya yona. Meeding ya ba morabe wa Manase e le Bete-Sheane le metsana ya yona, le Taanake le metsana ya yona, le Megido le metsana ya yona, le Dore le metsana ya yona. Bara ba Josefa, mora wa Iseraele, ba ne ba ahile metseng ena. Bara ba Ashere e ne e le Jimena, le Jishefa, le Jishefi, le Beria, kgaitsedi ya bona e le Sera. Bara ba Beria e ne e le Hebere, le Malekiele, ntata Biresaite. Hebere a tswala Jafelete, le Shomere, le Hotame, le kgaitsedi ya bona Shua. Bara ba Jafelete e ne e le Pasaka, le Bimehale, le Ashefate. Bara ba Shemere e ne e le Ahi, le Rohega, le Jehuba, le Arame. Bara ba ngwanabo Heleme e ne e le Sofa, le Jimena, le Sheleshe, le Amale. Bara ba Sofa e ne e le Shua, le Harenefere, le Shuale, le Beri, le Jimera, le Besere, le Hode, le Shamma, le Shilesha, le Jiterane, le Beera. Bara ba Jetere e ne e le Jefune, le Pisepa, le Ara. Bara ba Ula e ne e le Arake, le Haniele, le Riseya. Bana bohle e ne e le ditloholo tsa Ashere, e le dihlooho tsa malapa abo bona. E ne e le mokgetho wa bahale, e bile e le baokamedi ba mahosana. Ba ngotsweng bukeng ya leloko e ne e le bahlabani ba dikete tse mashome a mabedi a metso e tsheletseng. Benjamine a itsibola ka Bela, wa bobedi ya eba Ashebele, wa boraro ya eba Ahara, wa bone ya eba Noha, wa bohlano ya eba Rafa. Bara ba Bela e ne e le Adare, le Gera, le Abihude, le Abishua, le Naamane, le Ahowake, le Gera, le Shefufane, le Hurame. Bana ke bara ba Ehude, e leng bona dihlooho tsa malapa a ba neng ba ahile Geba, ba ileng ba fallisetswa Manahate. Bara bao ba Ehude e ne e le Naamane, le Ahiya, le Gera. Ke Gera, ntata Usa le Ahihude ya ileng a ba fallisetsa Manahate. Hoba Shaharaime a hlale Hushime le Baara, basadi ba hae, o ile a tswala bana ha a le naheng ya Moabe. Bara bao Hodeshe, mosadi wa hae, a ileng a mo tswalla bona, e ne e le Jobabe, le Sebiya, le Mesha, le Malekame, le Jeuse, le Shakiya, le Mirema. Bara bana ba hae e ne e le dihlooho tsa malapa abo bona. Hushime o ne a ile a mo tswalla bara bana: Abitube le Elepaale. Bara ba Elepaale e ne e le Ebere, le Mishame, le Shemede. Ke Shemede ya ileng a haha motse wa Ono le Lode, le metsana ya yona. Beria le Shema, bara ba Elepaale, ba neng ba leleke baahi ba Gate, e ne e le bona dihlooho tsa malapa a ba neng ba ahile Aiyalone. Bara ba bang ba Elepaale e ne e le Ako, le Shashake, le Jeremote, le Sebadiya, le Arada, le Etere, le Mikaele, le Jishepa, le Joha, e leng bara ba Beria, le Sebadiya, le Meshulame, le Hisiki, le Hebere, le Jishemerai, le Jiseleya, le Jobabe, e leng bara ba Elepaale. Bara ba Shimei e ne e le Jakime, le Sikeri, le Sabedi, le Eleenai, le Siletai, le Eleele, le Adaya, le Beraya, le Shimerate. Bara ba Shashake e ne e le Jishepane, le Ebere, le Eleele, le Abadone, le Sikeri, le Hanane, le Hananiya, le Elame, le Anetotiya, le Jifediya, le Penuele. Bara ba Jerohame e ne e le Shamesherai, le Shehariya, le Ataleya, le Jaareshiya, le Elia, le Sikeri. Bana e ne e le bona dihlooho tsa malapa abo bona, kamoo a ngotsweng kateng bukeng ya leloko. Ba ne ba ahile Jerusalema. Jeiele, mothei wa Gibeone, o ne a ahile Gibeone. Lebitso la mosadi wa hae e ne e le Maaka. A itsibola ka Abadone, Abadone a hlahlangwa ke Sure, le Kishe, le Baale, le Nadabe, le Gedore, le Ako, le Sakere, le Mikelote, ya ileng a tswala Shima. Le bona bana ba ne ba ahile Jerusalema, pela bana babo bona. Nere a tswala Kishe, Kishe a tswala Saule, Saule a tswala Jonathane, le Malekishuwa, le Abinadabe, le Eshebaale. Mora wa Jonathane e ne e le Meriba-Baale. Meriba-Baale a tswala Mmika. Bara ba Mmika e ne e le Pitone, le Meleke, le Tarea, le Akase. Akase a tswala Jehowada, Jehowada a tswala Alemete, le Asemafete, le Simeri. Simeri a tswala Mosa. Mosa a tswala Bina, Bina a tswala Rafa, Rafa a tswala Eleasa, Eleasa a tswala Asele. Asele o ne a ena le bara ba tsheletseng. Mabitso a bona ke ana: Asarikama, le Bokeru, le Ishemaele, le Sheariya, le Obadiya, le Hanane. Bana bohle e ne e le bara ba Asele. Bara ba ngwanabo Esheke e ne e le Ulame, letsibolo la hae, a hlahlangwa ke Jeushe, le Elefelede. Bara ba Ulame e ne e le bahale ba tsebang ho fula ka metsu. Ba ne ba ena le bara ba bangata, le ditloholo tse ngata. Palo ya bone e ne e le lekgolo le mashome a mahlano. Bana bohle ke ditloholo tsa Benjamine. Baiseraele bohle ba balwa ho ya ka meloko ya bona, mme ba ngolwa Bukeng ya Dikgosi tsa Iseraele, le tsa Juda. Ka baka la ditshito tsa bona, ba thopuwa, ba iswa Babilona. Ba pele ba ileng ba kgutla ho ya aha naheng ya bona le metseng ya bona e bile Baiseraele, le baprista, le Balevi, le bahlanka ba sebeletsang ka Tempeleng. Ba morabe wa Juda, le ba morabe wa Benjamine, le ba morabe wa Efraime, le ba morabe wa Manase ba ileng ba aha Jerusalema ke bana: Utai, mora wa Amihude, setloholo sa Omeri, setloholwana sa Imeri, setlohotloholwana sa Bani ya tswetsweng ke Perese, mora wa Juda. Ho bara ba Shilo ya eba letsibolo la hae Asaya le bara ba hae; ho bara ba Sera ya eba Jeuele le bana babo, ba le makgolo a tsheletseng le mashome a robong; ho bara ba Benjamine ya eba Salo, mora wa Meshulame, setloholo sa Hodafiya, setloholwana sa Hasenuwa, le Jibeneya, mora wa Jerohame, le Ela, mora wa Usi, setloholo sa Mikeri, le Meshulame, mora wa Shefatiya, setloholo sa Reuele, setloholwana sa Jibeneya. Bana babo bona, ho ya ka meloko ya bona, ba ne ba le makgolo a robong le mashome a mahlano a metso e tsheletseng. Banna bana bohle e ne e le dihlooho tsa malapa abo bona. Baprista ba neng ba ahile Jerusalema ke bana: Jedaya, le Jehoyaribe, le Jakine, le Asariya, mora wa Hilekiya, eo baholoholo ba hae e neng e le bo-Meshulame, le Sadoke, le Meraote, le Ahitube, eo e neng e le mookamedi wa Tempele ya Modimo, le Adaya, mora wa Jerohame, eo baholoholo ba hae e neng e le bo-Pashahure, le Malakiya, le Maasai, le Adiele, le Jahesera, le Meshulame, le Meshilemite, le Imere. Bana babo bona bao e neng e le dihlooho tsa malapa abo bona, ba ne ba le sekete le makgolo a supileng le mashome a tsheletseng. E ne e le banna ba tsebang ho sebeletsa ka Tempeleng ya Modimo. Balevi ba neng ba ahile Jerusalema ke bana: Shemaya, mora wa Hashube, setloholo sa Asarikama, setloholwana sa Hashabiya, e mong wa bara ba Merari, le Bakabakare, le Hereshe, le Galale, le Mataneya, mora wa Mmika, setloholo sa Sikeri, setloholwana sa Asafo, le Obadiya, mora wa Shemaya, setloholo sa Galale, setloholwana sa Jedutune, le Berekiya, mora wa Asa, setloholo sa Elekana ya neng a ahile metseng ya Banetofa. Balebedi ba menyako ya Tempele e ne e le Shalome, le Akube, le Talamone, le Ahimane, le bana babo bona. Mookamedi wa bona e ne e le Shalome. Pele ho mona, ba ne ba lebela kgoro ya kgosi e ka botjhabela, e le bona ba lebelang kgoro ya diahelo tsa Balevi. Shalome, mora wa Kore, setloholo sa Abiasafo, setloholwana sa Kora, le bana babo, ba lelapa la Kora, e ne e le baokamedi ba mosebetsi oo, e le balebedi ba menyako ya Tente ya Morena, jwalokaha bo-ntata bona ba ne ba okametse lebotho le lebelang menyako ya Tente ya Morena. Mehleng ya pele, Finease, mora wa Eleasare, e ne e le mookamedi wa bona, mme Morena a ena le yena. Sekariya, mora wa Meshelemiya, e ne e le molebedi wa monyako wa Tente ya Morena. Bohle ba ileng ba kgethelwa hore e be balebedi ba menyako ba ne ba le makgolo a mabedi le leshome le metso e mmedi. Ba ne ba badilwe ho ya ka meloko ya bona, metseng ya habo bona. Bo-Davida le moporofeta Samuele ke bona ba neng ba hlomamise banna bana mosebetsing ona wa bona, o nang le boikarabelo. Ka baka leo, banna bao le bara ba bona, ba ne ba lebela menyako ya Tempele ya Morena, e leng Tente ya Morena. Balebedi ba menyako ba ne ba lebela mahlakore a mane, ke ho re ka botjhabela, le ka bophirimela, le ka leboya, le ka borwa. Bana babo bona, ba metseng ya bona, ba ne ba etla ka nako le nako, kamora matsatsi a supileng, ho tla ba phomotsa. Balebedi ba menyako ba bane, ba baholo, bao e neng e le Balevi, ba ne ba hlokomela dikamore, le matlole a Tempele ya Modimo. Ba ne ba qeta bosiu ba potapotile Tempele ya Modimo, hobane ba ne ba laetswe ho e lebela, le ho e bula hoseng ho hong le ho hong. Balevi ba bang ba ne ba hlokomela thepa e sebeletsang, ba e bale ha ba e tlisa ka Tempeleng, leha ba e kgutlisetsa polokelong. Ba bang ba ne ba hlokomela dintho tsohle tsa Sehalalelo, le phofo e thumisehileng, le veine, le ole, le mokubetso, le dinoko. Ba bang ba bara ba baprista ba ne ba etsa ditlolo ka dinoko. Matiteya, e mong wa Balevi, e leng letsibolo la Shalome, wa morabe wa Kora, o ne a hlokomela tsohle tse phehwang ka dipane. Bana babo bona ba bang, e leng bara ba Kohate, ba ne ba hlokomela bohobe bo halalelang, ba bo bea tafoleng ka letsatsi le leng le le leng la Sabatha. Bao e neng e le dibini le dihlooho tsa malapa a Balevi, ba ne ba dula ka dikamoreng tsa Tempele, ba sa sebetse mesebetsi e meng, hobane bona ba ne ba sebetsa motsheare le bosiu. Bana e ne e le dihlooho tsa malapa a Balevi, e le dihlooho tsa meloko yohle ya bona, mme ba ahile Jerusalema. Jeiele, mothei wa Gibeone, o ne a ahile Gibeone. Lebitso la mosadi wa hae e ne e le Maaka. Mora wa hae wa matsibolo e ne e le Abadone, a hlahlangwa ke Sure, le Kishe, le Baale, le Nere, le Nadabe, le Gedore, le Ako, le Sekariya, le Mikelote. Mikelote a tswala Shimeame. Le bona ba ne ba ahile Jerusalema, haufi le bana babo bona. Nere a tswala Kishe, Kishe a tswala Saule, Saule a tswala Jonathane le Malekishuwa, le Abinadabe, le Eshebaale. Mora wa Jonathane e ne e le Meriba-Baale; Meriba-Baale a tswala Mmika. Bana ba Mmika e ne e le Pitone, le Meleke, le Taherea, le Akase. Akase a tswala Jara, Jara a tswala Alemete, le Asemafete, le Simeri, mme Simeri a tswala Mosa. Mosa a tswala Bina, Bina a tswala Refaya, Refaya a tswala Eleasa, Eleasa a tswala Asele. Asele o ne a ena le bara ba tsheletseng. Mabitso a bona ke ana: Asarikama, le Bokeru, le Ishemaele, le Sheariya, le Obadiya, le Hanane. Bana e ne e le bara ba Asele. Bafilesita ba lwantsha Baiseraele. Banna ba Iseraele ba ba baleha, ba wa mofela hodima thaba ya Gileboa. Bafilesita ba bea Saule le bara ba hae merebele, ba bolaya Jonathane, le Abinadabe, le Malekishuwa, bara ba Saule. Ntwa ya imela Saule. Banna ba diqha ba fula Saule ka metsu, mme a tswa kotsi e mpe. Yaba Saule o re ho mojari wa dihlomo tsa hae: “Nka sabole ya hao, o ntlhabe, esere maqai ana a fihla a nqetela, mme ka tlontloloha.” Empa mojari wa dihlomo tsa hae a hana, hobane o ne a tshohile haholo. Ka baka leo, Saule a nka sabole ya hae, a itihela hodima yona. Ha mojari wa dihlomo tsa hae a bona hore Saule o shwele, le yena a itihela hodima sabole ya hae, a shwa. Saule a shwa hammoho le bara ba hae ba bararo, le ba lelapa la hae bohle. Ha Baiseraele bohle ba neng ba le ka kgohlong ba bona hore bahlabani ba a baleha, le hore Saule le bara ba hae ba se ba bolailwe, ba siya metse ya bona, ba baleha. Yaba Bafilesita ba a tla, ba ikgahela ho yona. Ka le hlahlamang, ha Bafilesita ba tlilo hlobodisa ba bolailweng, ba fumana Saule le bara ba hae ba bolaetswe thabeng ya Gileboa. Ha ba se ba hlobodisitse Saule, ba nka hlooho ya hae, le seaparo sa hae sa ntwa, ba romela maqosa hohle naheng ya Bafilesita ho phatlalatsa taba ena e thabisang ho medimo ya bona ya bohata, le ho setjhaba sohle. Ba bea seaparo sa Saule sa ntwa ka tempeleng ya medimo ya bona ya bohata, hlooho ya hae yona ba e fanyeha ka tempeleng ya Dagone. Ha baahi bohle ba Jabeshe-Gileade ba utlwa seo Bafilesita ba se entseng Saule, banna bohle ba bahale ba phalla, ba nka setopo sa Saule, le ditopo tsa bara ba hae, ba di isa Jabeshe. Ba epela masapo a bona tlasa sefate sa eike se Jabeshe, mme ba itima dijo ka matsatsi a supileng. Yaba Saule o shwa ka baka la ditshito tsa hae, tseo a ileng a sitelwa Morena ka tsona, e leng ho se boloke ditaelo tsa Morena, le ho batla dikeletso ho mathuela. O ne a sa ka a botsa Morena, mme ka baka leo, Morena o ile a mmolaya, mmuso wa hae a o nea Davida, mora wa Jese. Baiseraele bohle ba kgobokanela Heborone, ho Davida, mme ba re: “Bona, re madi a le mang. Mehleng ya ha Saule e ne e le kgosi ya rona, e ne e le wena ya etellang Baiseraele pele ha ba futuha. Morena Modimo wa hao, a na a re ho wena: O tla disa setjhaba sa ka sa Baiseraele, mme o tla ba kgosi ya setjhaba sa ka sa Baiseraele. ” Yaba baholo bohle ba Iseraele ba ya ho kgosi e le Heborone. Davida a etsa selekane le bona moo Heborone, kapele ho Morena, mme ba mo tlotsa hore e be kgosi ya Iseraele, ho ya ka polelo ya Morena, eo a neng a e bolele ka Samuele. Yaba Davida le Baiseraele bohle ba ya Jerusalema, e neng e bitswa Jebuse, e leng moo Bajebuse, baahi ba naha eo, ba neng ba ahile teng. Baahi ba Jebuse ba re ho Davida: “O ke ke wa kena mona!” Leha ho le jwalo, Davida a hapa qhobosheane ya Sione, e leng yona Motse wa Davida. Davida a re: “Mang kapa mang ya tla bolaya Mojebuse pele, e tla ba molaodi e moholo.” Joabe, mora wa Seruya, a tlola pele, mme ya eba yena molaodi. Davida a aha qhobosheaneng eo; ka baka leo, ba e bitsa Motse wa Davida. A haha motse o potapotileng qhobosheane eo ho tloha Milo. Joabe yena a tsosa marako wohle a motse. Davida a nna a tswela pele ho matlafala, hobane Morena wa mabotho o ne a ena le yena. Bana ke bona baokamedi ba bahale ba Davida, ba neng ba mo tsheheditse mmusong wa hae, mmoho le Baiseraele bohle, hore e be kgosi, ho ya ka polelo ya Morena, eo a neng a e bue mabapa le Iseraele. Palo ya bahale ba Davida ke ena: Jashobame wa Mohakemoni e ne e le yena mookamedi wa balaodi. Ke yena ya neng a fekefe banna ba makgolo a mararo ka lerumo, a ba bolaya ka nako e le nngwe. O ne a hlahlangwa ke Eleasare, mora wa Dodo, wa morabe wa Ahohi, e le e mong wa bahale ba bararo. O ne a ena le Davida ha a le Pasa-Damime, moo Bafilesita ba neng ba theile theko ya ntwa teng, tshimong ya harese. Bahlabani ba baleha Bafilesita. Eleasare le bahlabani ba hae ba ikema hara tshimo, ba e hapa, ba bolaya Bafilesita, mme Morena a ba tlisetsa tlholo e kgolo. Ba bararo ba baokamedi ba mashome a mararo ba theohela ho Davida lefikeng, ka lehaheng la Adulame. Lebotho la Bafilesita le ne le hlomme ka kgohlong ya Refaime. Davida o ne a le ka qhobosheaneng, ha lebotho la Bafilesita lona le ne le le Betlelehema. Davida a utlwa a nyorilwe, mme a re: “Eka motho a ka mpha metsi a tswang sedibeng sa Betlelehema, se pela kgoro ya motse!” Jwale bahale ba bararo ba phunyeletsa mabotho a Bafilesita, ba ya kga metsi sedibeng sa Betlelehema se pela kgoro ya motse. Ba ekga metsi ao, ba a isa ho Davida. Empa Davida a hana ho a nwa, a a qhalla fatshe e le nyehelo ho Morena, a re: “Modimo wa ka a nthuse ke se ke ka etsa ntho ena. Na nka nwa madi a banna bao ba ileng ba ipea kotsing?” Ba ne ba ile ba ipea kotsing ka ho ya kga metsi, ka baka leo, a se ke a a nwa. Tsena di ile tsa etswa ke bahale bana ba bararo. Abishai, ngwanabo Joabe, e ne e le yena mookamedi wa ba mashome a mararo. Ke yena ya neng a fekefe ba makgolo a mararo ka lerumo, a ba bolaya, mme lebitso la hae la tuma hara ba mashome a mararo. A tuma ho feta bahlabani ba mashome a mararo, ya eba molaodi wa bona. Empa a se ke a tuma jwaloka balaodi ba bararo ba pele. Benaya, mora wa Jehoyada, ya neng a etswa Kabeseele, e ne e le monna ya tumileng ka diketso tsa bokwankwetla. A bolaya bahale ba babedi ba Moabe, ba bohale jwaloka tau. A ba a bolaya le tau e neng e le ka lemeneng, mohla lehlwa le neng le kgethehile. A bolaya monna wa Moegepeta, wa seqhobane, eo bolelele ba hae bo neng bo feta dimethara tse pedi. Moegepeta eo o ne a tshwere lerumo le lekaalo ka mofeng wa motjhine o ohlang, empa Benaya a ya ho yena a tshwere molamu; a hlotha lerumo letsohong la Moegepeta, a mmolaya ka lerumo leo la hae. Tsena ke tsona diketso tsa Benaya, mora wa Jehoyada, tse ileng tsa mo tumisa hara ba mashome a mararo. O ne a tumile ho feta ba mashome a mararo, empa a sa tuma jwaloka balaodi ba bararo ba pele. Davida a mo etsa mookamedi wa balebedi ba hae. Bahale ba bang ba Davida e ne e le Bana: Asaele, ngwanabo Joabe, le Elehanane, mora wa Dodo wa Betlelehema, le Shamote wa Harode, le Helese wa Mopelone, le Ira mora wa Ikeshe wa Tekowa, le Abiesere wa Anatote, le Sibekai wa Husha, le Ilai wa Ahohi, le Maharai wa Netofa, le Helede, mora wa Baana wa Netofa, le Itai mora wa Ribai wa Gibea, wa ba morabe wa Benjamine, le Benaya wa Piratone, le Hurai wa melatswaneng ya Gaasha, le Abiele wa Areba, le Asemafete wa Bahurime, le Eleaheba wa Shaaleboni, le bara ba Hasheme wa Gisone, le Jonathane mora wa Shage wa Harare, le Ahiame, mora wa Sakara wa Harare, le Elefale, mora wa Ure, le Hefere wa Mekera, le Ahiya wa Mopelone, le Hesero wa Karamele, le Naarai, mora wa Esebai, le Joele, ngwanabo Nathane, le Mibehare, mora wa Hageri, le Seleke wa Moamone, le Naharai wa Berota, mojari wa dihlomo tsa Joabe, mora wa Seruya, le Ira wa Jethero, le Garebe wa Jethero, le Uriya wa Mohete, le Sabada, mora wa Akalai, le Adina, mora wa Shisa wa morabe wa Rubene, eo e neng e le molaodi wa ba morabe wa Rubene, le ba mashome a mararo ba neng ba ena le yena, le Hanane, mora wa Maaka, le Joshafate wa Miteni, le Usiya wa Ashetarote, le Shama, le Jeiele, bara ba Hotame wa Arowere, le Jediaele, mora wa Shimeri, le Joha wa Tise, e leng ngwanabo, le Eleele wa Mohafa, le Jeribai, le Joshafeya, bara ba Elenaama, le Jitema wa Moabe, le Eleele, le Obede, le Jaasiele wa Mesobaya. Bana ke bona ba ileng ba tla ho Davida ha a ntse a ipatile Sikelage, ka baka la ho tshaba Saule, mora wa Kishe. E ne e le ba bang ba bahale ba neng ba mo thusa ntweng. Ba ne ba hlometse ka diqha, mme ha ba betsa majwe ka matjeketjane, kapa ba fula ka metsu, ba ne ba tseba ho sebedisa matsoho a matona kapa a matshehadi ka ho tshwana. E ne e le ba morabe wa Benjamine, e le bang ka Saule. Mookamedi wa bona e ne e le Ahiesere, a hlahlangwa ke Jowashe. Bobedi ba bona e ne e le bara ba Shemaa wa Gibea. Baokamedi ba bang e ne e le Jesiele, le Pelete, bara ba Asemafete, le Beraka, le Jehu wa Anatote, le Jisemaya wa Gibeone, eo e neng e le e mong wa bahale ba mashome a mararo, e bile e le molaodi wa bona, le Jeremia, le Jahasiele, le Johanane, le Josabada wa Gedera, le Elosai, le Jerimote, le Bealeya, le Shemariya, le Shefatiya wa Harufe, le Elekana, le Jeshia, le Asariele, le Joesere, le Jashobame, e leng ba morabe wa Kora, le Joela, le Sebadiya, e leng bara ba Jerohame wa motse wa Gedore. Ba bang ba morabe wa Gade ba fetohela ka ho Davida ha a le qhobosheaneng e lehwatateng. E ne e le banna ba dinatla, ba matsholathebe, ba tsebang ho lwana ka thebe le lerumo. Difahleho tsa bona di ne di ka tsa ditau, ba le lebelo jwaloka dikgama tsa thaba. Wa pele e ne e le Esere, wa bobedi e le Obadiya, wa boraro e le Eliabe, wa bone e le Mishemanna, wa bohlano e le Jeremia, wa botshelela a le Atai, wa bosupa e le Eleele, wa borobedi e le Johanane, wa borobong e le Elesabade, wa leshome e le Jeremia, wa leshome le motso o mong e le Makabanai. Bana e ne e le bara ba Gade, e le balaodi ba mabotho. Molaodi ya ka sehloohong o ne a ka phaladisa lebotho la bahlabani ba sekete, ya katlasetlase a ka phaladisa lebotho la ba lekgolo. Bana ke bona ba neng ba tshele noka ya Jorodane, ka kgwedi ya pele, ha noka eo e ne e eja ditlhokwa. Ba leleka bohle ba phelang ka kgohlong, ba ka botjhabela le ka bophirimela. Ba bang ba morabe wa Benjamine le ba morabe wa Juda le bona ba ya ho Davida qhobosheaneng. Davida a ya ba kgahlanyetsa, a re ho bona: “Haeba le tlile ka kgotso, ho tla nthusa, ke tla le kgomarela, empa haeba le tlile ho tla nkekela dira tsa ka, leha ke se na molato, Modimo wa bo-ntata rona o tla le bona, a le otle.” Jwale Moya wa Modimo wa theohela hodima Amasai, molaodi wa ba mashome a mararo, mme a re: “Oho, Davida, re ba hao, re ba hao, mora wa Jese! Kgotso e ke e be le wena, kgotso ho bathusi ba hao, hoba o thuswa ke Modimo wa hao.” Yaba Davida o a ba amohela, mme a ba etsa balaodi ba mabothwana a hae. Ba bang ba morabe wa Manase le bona ba fetohela ka ho Davida, mohla a neng a ena le Bafilesita ha ba futuhetse Saule. Empa a se ke a thusa Bafilesita, hobane mahosana a bona a ne a ile a eletswa hore a mo leleke, a re: “O tla fetohela ka ho monga hae Saule, ebe re a bolawa.” Yare ha Davida a eya Sikelage banna bana ba morabe wa Manase ba fetohela ka ho yena: Adenake, le Josabada, le Jediaele, le Mikaele, le Josabada, le Elehu, le Siletai. E mong le e mong wa bona e ne e le molaodi wa bahlabani ba sekete. Ke bona ba ileng ba thusa Davida ho lwantsha mabothwana a hlaselang, hobane kaofela ha bona e ne e le bahale, e bile e le balaodi ba mabotho. Ka tsatsi le leng le le leng banna ba nna ba tla ho Davida, ho tla mo thusa, ho fihlela lebotho la hae le eba leholo jwalokaha eka ke lebotho la Modimo. Ena ke palo ya bahlabani ba mabothwana a hlometseng, a ileng a tla ho Davida ha a le Heborone, ho ya mmea hore e be kgosi sebakeng sa Saule, ho ya ka polelo ya Morena. Ba morabe wa Juda ba neng ba tshwara thebe le lerumo, e ne e le banna ba dikete tse tsheletseng le makgolo a robedi. Ba morabe wa Simeone e ne e le bahale ba dikete tse supileng le lekgolo. Ba morabe wa Levi e ne e le dikete tse nne le makgolo a tsheletseng. Jehoyada e ne e le moetapele wa lelapa la Arone, a ena le banna ba dikete tse tharo le makgolo a supileng. Sadoke, mohale wa mohlankana, o ne a ena le balaodi ba mashome a mabedi a metso e mmedi, ba tswang lapeng labo. Ba morabe wa Benjamine, bao e neng e le bang ka Saule, ba ne ba le dikete tse tharo. Ho fihlela ka nako eo, bongata ba bona bo ne bo ntse bo le ka lehlakoreng la Saule. Ba morabe wa Efraime e ne e le bahale ba dikete tse mashome a mabedi le makgolo a robedi, ba tumileng malapeng abo bona. Ba karolo ya morabe wa Manase, ba neng ba thontswe ka mabitso ho tla bea Davida hore e be kgosi, ba ne ba le dikete tse leshome le metso e robedi. Ba morabe wa Isakare, ba neng ba tseba ditaba tsa mehla eo, ba tseba le seo Iseraele e lokelang ho se etsa, e ne e le baetapele ba makgolo a mabedi, e le bona ba laolang bang ka bona bohle. Ba morabe wa Sebulone, ba neng ba futuha, ba kwetliseditswe ho lwana ka mefuta yohle ya dihlomo, ba theile theko ya ntwa, ba ne ba le dikete tse mashome a mahlano, mme ba tshepahala. Ba morabe wa Nafthali e ne e le balaodi ba sekete, ba ena le bahlabani ba dikete tse mashome a mararo a metso e supileng, ba hlometseng ka dithebe le marumo. Ba morabe wa Dane, ba neng ba kwetliseditswe ntwa, ba ne ba le dikete tse mashome a mabedi a metso e robedi, le makgolo a tsheletseng. Ba morabe wa Ashere, ba neng ba kwetliseditswe ntwa, e le malalaalaotse, ba ne ba le dikete tse mashome a mane. Ba morabe wa Rubene, le ba morabe wa Gade, le karolo ya ba morabe wa Manase, ba neng ba le ka botjhabela ho Jorodane, ba ne ba le dikete tse lekgolo le mashome a mabedi, ba hlometse ka mefuta yohle ya dihlomo. Bahlabani bana bohle, ba neng ba ema thekong ya ntwa, ba fihla Heborone ba ikemiseditse ho bea Davida hore e be kgosi ya Iseraele. Le Baiseraele bohle ba ne ba le maikutlo a le mang a hore Davida a bewe, e be kgosi. Bana bohle ba qeta matsatsi a mararo ba ena le Davida, ba ntse ba eja, ba enwa tseo bana babo bona ba neng ba ba lokiseditse tsona. Le ba neng ba le haufi le bona, e leng ba merabe ya Isakare, le Sebulone, le Nafthali, ba ba tlisetsa dijo ba di bofile ditonking, le dikameleng, le dimmeileng, le dipeleseng: phofo, le diphaphatha tsa mangangajane a feiye, le diphaphatha tsa mangangajane a morara, le veine, le ole, le dipholo le dinku. Tsena ba di tlisa ka bongata, hobane Baiseraele ba ne ba thabile. Davida a rerisana le balaodi ba bahlabani ba dikete, le ba ba makgolo, le mookamedi e mong le e mong wa mabotho. Yaba o re ho setjhaba sohle sa Iseraele: “Haeba le rata, eba le Morena Modimo wa rona o a rata, a re romeleng molaetsa hohle naheng ya Iseraele, moo bana babo rona ba ahileng teng; re o romele le ho baprista, le ho Balevi ba metseng le metsaneng, hore ba phuthehele kwano. Jwale re boele re late areka ya Modimo wa rona, re e tlise kwano, hobane mehleng ya Saule ha re a ka ra e natsa.” Setjhaba sohle sa re se tla etsa jwalo, hobane se ne se bona hore hoo ho lokile. Yaba Davida o kgobokanya Baiseraele bohle, ho tloha nokeng ya Shihore e Egepeta, ho ya fihla kgorong ya Hamate, hore ba yo lata areka ya Modimo, Kiriate-Jearime. Jwale Davida le Baiseraele bohle ba nyolohela Baala, e leng hona Kiriate-Jearime e Juda, ho ya lata areka ya Morena Modimo, ya dutseng hodima dikerubime, e leng areka eo a tla kgumamellwa ho yona. Ba bea areka ya Modimo hodima kariki e ntjha, ba e ntsha ka tlung ya Abinadabe. Bo-Usa le Ako ba qhoba kariki eo. Davida le bohle ba ntlo ya Iseraele ba etsa motjeko ka sefutho se seholo, ba le kapele ho Modimo. Ba letsa diharepa, le dikatara, le meropa, le matlheretlhere, le diterompeta. Ha ba fihla seotlong sa Kidone, Usa a nanabetsa letsoho, a tshwara areka, hobane dipholo di ne di kgothometseha. Bohale ba Modimo ba tlokomela Usa, mme Morena a mmolaya, hobane o ne a ile a ama areka. A shwela hona moo, kapele ho Modimo. Davida a tshwenyeha haholo, hobane Morena o ne a bolaile Usa; ka baka leo, yaba sebaka seo se rewa lebitso la Kotlo ya Usa, mme le kajeno-ya-bokajeno se ntse se bitswa jwalo. Ka lona letsatsi leo, Davida a tshaba Modimo, mme a re: “Ekaba areka ya Modimo ke tla e isa jwang ha ka?” Yaba Davida ha a sa isa areka eo ha hae, Motseng wa Davida, o se a e isa tlung ya Obede-Edomo wa Mogate. Areka eo ya Modimo ya qeta kgwedi tse tharo e le moo ha Obede-Edomo, ka tlung ya hae. Morena a hlohonolofatsa lelapa la Obede-Edomo le tsohle tseo a neng a ena le tsona. Jwale kgosi Hirame wa Tire a romela maqosa ho Davida; a ba a mo romella le mapolanka a kedare, le dibetli tsa majwe le tsa mapolanka, ho ya mo hahela ntlo. Davida a elellwa hore Morena o mo tsitsisitse bokgosing ba Iseraele, hobane puso ya hae e ile ya atlehiswa haholo, ka baka la setjhaba sa hae sa Iseraele. Davida a boela a nyala basadi ba bang hape ha a le Jerusalema, mme a tswala bara le baradi ba bang ba bangata. Ana ke mabitso a bana ba Davida, bao a ileng a ba tswala ha a le Jerusalema: Shamua, le Shobabe, le Nathane, le Solomone, le Jibehare, le Eleshua, le Elepalete, le Noga, le Nefege, le Jafia, le Eleshama, le Beleada, le Elefelede. Ha Bafilesita ba utlwa hore Davida o tlotsitswe hore e be kgosi ya naha ya Iseraele, ba futuha ho ya mo tsoma. Davida a utlwela, mme a ya ba kgahlanyetsa. Bafilesita ba tla, ba fihla ba shatamana ka kgohlong ya Refaime. Yaba Davida o botsa Morena, o re: “Na nka futuhela Bafilesita? Na o tla neelana ka bona matsohong a ka?” Morena a re ho yena: “Futuha, hobane ke tla neelana ka bona matsohong a hao.” Yaba Davida o ba futuhela ha ba le Baale-Perasime, mme a ba hlolela hona moo. Jwale Davida a re: “Modimo o phunyeleditse theko ya dira tsa ka ka letsoho la ka, jwaloka metsi ha a phatlola lerako.” Ka baka leo, ba rea sebaka seo lebitso la Baale-Perasime. Bafilesita ba siya medimo ya bona hona moo, mme Davida a laela hore e tjheswe. Bafilesita ba boela ba shatamana ka kgohlong. Ka baka leo, Davida a boela a botsa Modimo, mme Modimo a re ho yena: “O se ke wa ba futuhela o ba setse morao; o ba pote ka nqane, o ba futuhele o hlaha ka difateng tsa monokotshwai. E tle ere ha o utlwa mohlwathatsa hodima difate tsa monokotshwai, ebe o a futuha, hobane Modimo o tla be a o eteletse pele ho ya bolaya lebotho la Bafilesita.” Ka baka leo, Davida a etsa kamoo Modimo a mo laetseng kateng, mme Baiseraele ba phaladisa lebotho la Bafilesita ho tloha Gibeone, ho ya fihla Gesere. Botumo ba Davida ba phatlalla le dinaha tsohle, mme Morena a etsa hore ditjhaba tsohle di mo tshabe. Davida a ikgahela matlo Motseng wa Davida, a lokisetsa areka ya Modimo sebaka sa yona, a e hlomela tente. Yaba Davida o re: “Ho se be ya ka jarang areka ya Modimo, haese Balevi feela, hobane bona ba kgethilwe ke Morena hore ba jare areka ya Modimo, mme ba mo sebeletse kamehla yohle.” Davida a kgobokanyetsa Baiseraele bohle Jerusalema, hore ba ise areka ya Morena sebakeng seo a e lokiseditseng sona. Davida a kgobokanya bana ba Arone le Balevi. Ho bara ba Kohate, hlooho ya bona e ne e le Uriele, bana babo ba le lekgolo le mashome a mabedi. Ho bara ba Merari, hlooho ya bona e ne e le Asaya, bana babo ba le makgolo a mabedi le mashome a mabedi. Ho bara ba Gereshone, hlooho ya bona e ne e le Joele, bana babo ba le lekgolo le mashome a mararo. Ho bara ba Elesafane, hlooho ya bona e ne e le Shemaya, bana babo ba le makgolo a mabedi. Ho bara ba Heborone, hlooho ya bona e ne e le Eleele, bana babo ba le mashome a robedi. Ho bara ba Usiele, hlooho ya bona e ne e le Aminadabe, bana babo ba le lekgolo le leshome le metso e mmedi. Jwale Davida a bitsa baprista, e leng Sadoke le Abiatare; a bitsa le Balevi, e leng Uriele, le Asaya, le Joele, le Shemaya, le Eleele, le Aminadabe. Yaba o re ho bona: “Ke lona dihlooho tsa malapa a Balevi; ka hona itlhwekiseng, lona le bana babo lona, le tle le tsebe ho tlisa areka ya Morena Modimo wa Iseraele, sebakeng seo ke e lokiseditseng sona. Kahobane ha e a ka ya tliswa ke lona ka lekgetlo la pele, Morena Modimo wa Iseraele, o ile a re halefela, hobane re ne re sa ka ra mo hlompha ka mokgwa o tshwanetseng.” Yaba baprista le Balevi ba a itlhwekisa, hore ba tle ba tsebe ho lata areka ya Morena Modimo wa Iseraele. Balevi ba jara areka ya Modimo ka mefeng, jwalokaha Moshe a ne a ba laele, ho ya ka polelo ya Morena. Davida a buisana le bao e leng dihlooho tsa Balevi, hore ba kgethe bana babo bona ba tla bina ka diletsa, e leng dikatara, le diharepa, le matlheretlhere, ba bine haholo, ba thabile. Balevi ba kgetha Hemane, mora wa Joele; ho bana babo ba kgetha Asafo, mora wa Berekiya; ho bara ba Merari ba kgetha Etane, mora wa Kushaya. Ba ba hlahlamang ka boemo ya eba Sekariya, le Jaasiele, le Shemiramote, le Jeiele, le Uni, le Eliabe, le Benaya, le Maasiya, le Matiteya, le Elefelehu, le Mikeniya, le Obede-Edomo, le Jeiele, e leng balebedi ba monyako. Dibini tsena, bo-Hemane le Asafo, le Etane, tsa kgethelwa hore di letse matlheretlhere a lethose. Bo-Sekariya, le Jaasiele, le Shemiramote, le Jehiele, le Uni, le Eliabe, le Maasiya, le Benaya, ba letsa dikatara tse lentswe le lesesanyane. Bo-Matiteya le Elefelehu le Mikeniya, le Obede-Edomo, le Jeiele, le Asasiya ba letsa diharepa tse lentswe le letenya. Kenaniya, eo e neng e le hlooho ya Balevi, o ne a okametse dibini, a di ruta mmino, kaha e ne e le kgeleke. Bo-Berekiya le Elekana e ne e le balebedi ba areka. Baprista, bo-Shebaniya, le Jehoshafate, le Netanele, le Amasai, le Sekariya, le Benaya, le Eleesere, bona ba ne ba letsa diterompeta ba le kapele ho areka ya Modimo. Bo-Obede-Edomo le Jehiya e ne e le balebedi ba areka. Jwale bo-Davida, le baholo ba Iseraele, le balaodi ba bahlabani ba dikete, ba ya tlung ya Obede-Edomo, ho ya lata areka ya selekane sa Morena, ba thabile. Kahobane Modimo a ne a ile a thusa Balevi ba jereng areka ya selekane sa Morena, ba etsa nyehelo ka dipohwana tse supileng le dipheleu tse supileng. Davida o ne a apere seaparo se setle, se entsweng ka lesela la lene, esita le Balevi bohle ba neng ba jere areka, le dibini, le Kenaniya, motsamaisi wa dibini. Davida o ne a bile a apere le setipe se entsweng ka motsitla. Yaba Baiseraele bohle ba tlisa areka ya Morena ka ditlatse, le ka medumo ya manaka, le ka diterompeta, le ka matlheretlhere; ba letsa le dikatara, le diharepa. Yare ha areka ya selekane sa Morena e kena Motseng wa Davida, Mikale, moradi wa Saule, a sheba ka fesetere, a bona Davida a tlala, a etsa menyakwe, mme a mo nyedisa. Baiseraele ba tla le areka ya Modimo, ba e bea bohareng ba tente eo Davida a e hlometseng yona. Ba etsetsa Modimo dinyehelo tsa setjheso, le dinyehelo tsa teboho. Ha Davida a qetile ho etsa dinyehelo tsa setjheso le dinyehelo tsa teboho, a hlohonolofatsa setjhaba ka lebitso la Morena. Yaba o abela monna e mong le e mong, le mosadi e mong le e mong wa Moiseraele senkgwa sa bohobe, le leqahadi la nama, le diphaphatha tsa mangangajane a morara. Davida a kgetha ba bang ba Balevi ho sebeletsa kapele ho areka ya Morena, ho ipiletsa ho Morena, le ho leboha, le ho boka Morena Modimo wa Iseraele. Asafo ya eba yena hlooho, a hlahlangwa ke Sekariya. Bo-Jeiele, le Shemiramote, le Jehiele, le Matiteya, le Eliabe, le Benaya, le Obede-Edomo, le Jeiele, bona ba ne ba letsa dikatara, le diharepa, athe Asafo yena o ne a letsa matlheretlhere. Baprista, bo-Benaya le Jahasiele, bona ba ne ba letsa diterompeta ka nako tsohle, kapele ho areka ya selekane sa Modimo. Ka lona letsatsi leo, Davida a laela Asafo le bana babo, mme e le kgetlo la pele, hore ba boke Morena ka sefela sena: Lebohang Morena, le ipiletse ho yena, phatlalatsang ketso tsa hae hara ditjhaba. Mmineleng, mmineleng difela, le boledise mesebetsi ya hae yohle e hlollang. Ithoriseng ka lebitso le halalelang la hae: Pelo tsa bohle ba batlang Morena di nyakalle. Ipatleleng Morena le matla a hae, le ipatlele yena le sa kgaotse. Hopolang mesebetsi e hlollang eo a e entseng, dimakatso tsa hae le kahlolo tsa hae, lona bana ba Iseraele, mohlanka wa hae, lona bana ba Jakobo, mokgethwa wa hae. Ke yena Morena Modimo wa rona, ke yena ya ahlolang lefatshe lohle. Kamehla o hopola selekane sa hae, lentswe leo a le laetseng meloko e sekete; selekane seo a se entseng, a se etsa le Aborahama, kano eo a e etseditseng Isaka, a ba a tiisetsa Jakobo hore ke molao, ke selekane sa hae le Iseraele sa mehla yohle. A re: “Ke tla o nea naha ya Kanana, e be lefa leo o le abetsweng.” Ha ba ne ba sa le mmalwana, e le baditjhaba naheng eo; ha ba ntse ba lelera hara ditjhaba, ba tloha mmusong o mong ba eya ho o mong, Modimo ha a a ka a dumella motho hore a ba tube, mme ka baka la bona a kgalemela dikgosi. A re: “Le se ke la ama batlotsuwa ba ka, le se ke la etsa baporofeta ba ka hampe.” Lona ba lefatshe lohle le ke le binele Morena, ka letsatsi le letsatsi le phatlalatse tsa ho pholosa ha hae. Bolelang tsa tlotla ya hae hara ditjhaba, le makatso tsa hae hara merabe yohle. Morena o moholo, o lokelwa ke thoriso e kgolo, o tshabeha ho feta medimo yohle. Medimo yohle ya ditjhaba ke ya bohata, athe Morena yena o entse, o entse mahodimo. Tlotla le hlompho di teng ho yena, matla le kganya di Sehalalelong sa hae. Thoholetsang Morena, lona ditjhaba tsa mefutafuta, thoholetsang tlotla le matla a Morena. Thoholetsang tlotla e lokelang lebitso la Morena, tloong kapele ho yena le mo nyehelleng, kgumamelang Morena le kgabile ka tse halalelang. Lefatshe lohle le thothomele kapele ho yena! O tiisitse lefatshe, le ke ke la sisinyeha. Mahodimo a thabe, fatshe le nyakalle, hara matjhaba ho thwe: “Morena ke yena kgosi!” Lewatle le hwase, le tsohle tse ka ho lona, naha e nyakalle, le tsohle tse ho yona. Jwale difate, merung, di tla bina, di binela Morena ho tla, ha a etla ho ahlola lefatshe. Bokang Morena, hobane o molemo, mohau wa hae ke wa kamehla yohle. E reng: “Modimo, mopholosi wa rona, ako re pholose; ako re phuthe, ho baditjhaba o re namolele, re tle re lebohe lebitso le halalelang la hao, ho boka wena e be motlotlo wa rona. Ho bokwe Morena Modimo wa Iseraele, a bokwe jwale, le kamehla yohle.” Setjhaba sohle sa re: “A ho ke ho be jwalo! Bokang Morena!” Yaba Davida o bea Asafo le bana babo kapele ho areka ya selekane sa Morena, hore ba nne ba sebeletse teng, ho ya kamoo mosebetsi wa letsatsi ka leng o leng kateng. A bea Obede-Edomo le bana babo ba mashome a tsheletseng a metso e robedi hore ba ba thuse. Bo-Obede-Edomo, mora wa Jedutune, le Hosa ya eba balebedi ba monyako. Kapele ho Tente ya Morena, pela aletare e sebakeng sa borapedi se Gibeone, Davida a bea moprista Sadoke le baprista ba bang ba habo hona teng, hore ba nne ba etsetse Morena dinyehelo tsa setjheso hodima aletare ya nyehelo ya setjheso hoseng le mantsiboya; ba etse tsohle tse ngotsweng Molaong wa Morena, oo a neng a o laele Baiserale. Ba ne ba ena le Hemane le Jedutune, le bohle ba neng ba kgethwe, ba bolelwa ka mabitso, hore ba boke Morena, “hobane mohau wa hae ke wa kamehla yohle.” Bo-Hemane le Jedutune e ne e le bona ba okametseng baletsi ba diterompeta, le ba matlheretlhere, le ba diletsa tse ding, tse neng di letsetswa ho binela Modimo difela. Bara ba Jedutune e ne e le balebedi ba monyako. Setjhaba sohle sa qhalana, motho ka mong a ikela lapeng ha hae. Davida le yena a tsamaya ho ya hlohonolofatsa ba lelapa la hae. Ha Davida a se a dula tlung ya hae, ka letsatsi le leng a re ho moporofeta Nathane: “Ako bone, nna ke dula tlung e hahilweng ka dithupa tsa dikedare, empa areka ya selekane sa Morena yona e dula hara masira!” Nathane a re ho Davida: “Etsa tsohle tseo o di hopotseng, hobane Modimo o na le wena.” Hona bosiung boo, lentswe la Modimo la fihla ho Nathane, la re: “Tsamaya, o yo bolella mohlanka wa ka Davida, o re: Morena o bua tjena: O ke ke wa nkgahela ntlo eo ke tla dula ho yona. Ho tloha mohla ke nyollang Baiseraele naheng ya Egepeta, ho fihlela kajeno, ha ke eso ka ke dula ka tlung; ke nnile ka kena tenteng e nngwe, ka tswa, ka kena ho e nngwe; ka kena leahong le leng, ka tswa, ka kena ho le leng. Dibakeng tsohle tseo ke tsamaileng ho tsona le Baiseraele bohle, na nkile ka botsa e mong wa baahlodi ba Iseraele, bao ke neng ke ba laele ho disa setjhaba sa ka, ka re: Ke hobaneng ha o sa nkgahela ntlo ya dithupa tsa dikedare?>*** “Ka baka lena, o tle o bolelle mohlanka wa ka Davida, o re: Morena wa mabotho o bua tjena: Ke ne ke o late motebong, moo o neng o disa dinku teng, hore o tlo ba kgosi ya setjhaba sa ka sa Baiseraele. Ke bile le wena hohle moo o nnileng wa tsamaya teng, ka timetsa dira tsa hao tsohle. Ke tumisitse lebitso la hao jwaloka mabitso a banna ba tumileng ba teng mona lefatsheng. Ke tla kgethela setjhaba sa ka sa Iseraele sebaka, ke se bee ho sona, mme se ke ke sa hlola se tshwenyeha. Batho ba kgopo ba ke ke ba hlola ba se tshwenya jwaloka pele, ha ke tla be ke kgethele setjhaba seo sa ka sa Baiseraele baahlodi. Ke tla hlola dira tsa hao tsohle. Hape ke o tsebisa hore Morena o tla atisa lelapa la hao. “ Ha matsatsi a hao a se a fetile, o se o orohetse ho bo-ntatao, ke tla etsa hore e mong wa bara ba hao a o hlahlame, ke tiise mmuso wa hae. Ke yena ya tla nkgahela Tempele, mme ke tla tsitsisa terone ya hae kamehla. Ke tla ba ntatae, yena e be mora wa ka. Feela nke ke ka kgaotsa ho mo rata jwalokaha ke ile ka kgaotsa ho rata ya bileng teng pele ho wena. Ke tla mmea ho okamela setjhaba sa ka le mmuso wa ka kamehla, mme terone ya hae e tla tsitsa kamehla yohle. ” Nathane a phetela Davida ditaba tsena tsohle, ho ya kahohle kamoo a di senoletsweng kateng. Jwale kgosi Davida a kena ka Tenteng, a ya dula kapele ho Morena, mme a re: “Oho, Morena Modimo, ekaba nna ke mang? Ekaba ntlo ya ka ke eng, hoo o mphihlisitseng hole hakaale? Oho, Morena, ho a bonahala hore ho wena tsena e ne e sa le dinyane, hobane o boetse o buile ka seo o se reretseng lelapa la mohlanka wa hao, nako e sa le hole. Oho, Morena Modimo, o se o ntadima jwalokaha eka ke motho wa boemo bo phahameng! “Ekaba Davida a ka hlola a reng ho wena, ha o hlomphile mohlanka wa hao? Ke wena ya tsebang mohlanka wa hao! Oho, Morena, ka baka la mohlanka wa hao, le ka baka la ho rata ha hao, o entse ntho ena e kgolo, wa etsa hore tsena tsohle tse kgolo di tsejwe. “Oho, Morena, ha ho ya kang wena; ebile hape ha ho Modimo e mong ntle ho wena, ho ya ka tsohle tseo re di utlwileng ka ditsebe tsa rona. Ke setjhaba sefe moo lefatsheng, se kang setjhaba sa hao sa Baiseraele, seo Modimo a kileng a ya se lopolla hore e be setjhaba sa hae? O tumisitse lebitso la hao ka ho etsa tse kgolo, tse tshabehang, ka ho hleka matjhaba tseleng ya setjhaba sa hao, seo o se lopolotseng Egepeta. Setjhaba sa hao sa Iseraele o se entse setjhaba sa hao kamehla yohle, mme wena, Morena, o Modimo wa sona. “Jwale, ka baka leo, Morena, tshepiso eo o e etseditseng mohlanka wa hao, le lelapa la hae, o ke o e phethahatse kamehla yohle, mme o etse kamoo o buileng kateng. Le yona o ke o e phethahatse, lebitso la hao le tle le tumiswe kamehla yohle, batho ba re: Morena wa mabotho ke Modimo wa Iseraele, ke yena Modimo wa Iseraele. Lelapa la Davida, mohlanka wa hao, le ke le tiye kamehla yohle. “Wena, Modimo wa ka, o senoletse mohlanka wa hao hore o tla mo hodisetsa lelapa la hae; ka baka lena, mohlanka wa hao o bile sebete ho o rapela. Jwale wena, Morena, ke wena feela o leng Modimo, mme o tshepisitse mohlanka wa hao taba ena e molemo. O hlohonolofaditse lelapa la mohlanka wa hao, hore le nne le be tlhokomelong ya hao kamehla yohle. Oho, Morena, o le hlohonolofaditse, mme le tla hlohonolofala kamehla yohle.” Kamora tsena, Davida a hlola Bafilesita, a ba busa, mme a ba amoha Gate le metsana ya yona. Ahlola Bamoabe, mme Bamoabe ya eba bahlanka ba Davida, ba mo thellang. Ha Hadade-Esere, kgosi ya Soba, a ne a ilo hloma puso ya hae pela noka ya Euferatese, Davida a mo hlola Hamate. Davida a hapa dikariki tsa Hadade-Esere tsa ntwa tse sekete, le banna ba dipere ba dikete tse supileng, le ba ditaaso ba dikete tse mashome a mabedi. Dipere tsohle tse hulang dikariki tsa ntwa a di kgaola mesifa, a siya feela tse lekaneng ho hula dikariki tsa ntwa tse lekgolo. Ha Baarame ba Damaseka ba eya ho ya thusetsa Hadade-Esere, kgosi ya Soba, Davida a bolaya banna ba Baarame ba dikete tse mashome a mabedi a metso e mmedi. Davida a hloma diahelo tsa mabotho naheng ya Baarame e Damaseka, mme Baarame ya eba bahlanka ba Davida, ba mo thellang. Ka mokgwa o jwalo, Morena a etsa hore Davida a hlole hohle moo a neng a futuhela teng. Davida a nka dithebe tsa bahlabani ba Hadade-Esere tse neng di entswe ka kgauta, a di isa Jerusalema. Ka mokgwa o jwalo, le metseng ya Hadade-Esere, e leng Tibehate le Kune, Davida a nka lethose le lengata, leo ka lona Solomone a ileng a etsa tanka ya lethose eo baprista ba tollang ka ho yona, le ditshiya, le dintho tsa lethose. Ha Toi, kgosi ya Hamate, a utlwa kamoo Davida a hlotseng lebotho lohle la Hadade-Esere kgosi ya Soba kateng, a romela mora wa hae Hadorame ho Davida, ho ya mo dumedisa, le ho mo lebohela ha a lwantshitse Hadade-Esere, mme a mo hlola, hobane Hadade-Esere o ne a ile a lwantsha Toi hangata. Hadorame a isetsa Davida mefuta yohle ya dintho tse entsweng ka kgauta, le ka silefera, le ka lethose. Le tsona, kgosi Davida a di kgethela Morena, hammoho le silefera, le kgauta eo a neng a e hapile ditjhabeng tsena tsohle, e leng Baedomo, le Bamoabe, le Baamone, le Bafilesita, le Baamaleke. Abishai, mora wa Seruya, le yena a bolaya Baedomo ba dikete tse leshome le metso e robedi, a ba bolaela ka Kgohlong ya Letswai. Davida a hloma diahelo tsa mabotho naheng ya Edomo, mme Baedomo bohle ya eba bahlanka ba Davida, ba mo thellang. Ka mokgwa o jwalo, Morena a etsa hore Davida a hlole hohle moo a neng a futuhela teng. Davida a busa naha yohle ya Iseraele. A ahlolela setjhaba sohle sa hae ka toka le ka nnete. Joabe, mora wa Seruya, ya eba molaodi wa mabotho; Jehoshafate, mora wa Ahilode, yena ya eba mongodi wa diketsahalo. Sadoke, mora wa Ahitube, le Abimeleke, mora wa Abiatare, bona ya eba baprista, mme Shafesha yena ya eba mongodi wa puso. Benaya, mora wa Jehoyada, o ne a laola Bakerete le Bapelete; bara ba Davida bona e le batlatsi ba kgosi. Kamorao ho mona, Nahashe, kgosi ya Baamone, a shwa, mme mora wa hae a mo hlahlama. Yaba Davida o re: “Hanune, mora wa Nahashe, ke tla mo etsetsa tse molemo, hobane ntatae le yena o ile a nketsetsa tse molemo.” Ka baka leo, Davida a roma maqosa a hae ho isetsa Hanune matshediso, ka baka la lefu la ntatae. Bahlanka ba Davida ba fihla naheng ya Baamone ho isetsa Hanune matshediso. Empa mahosana a Baamone a re ho Hanune: “O bona eka Davida o tlotla ntatao, ha a rometse maqosa ho tla o tshedisa? Na bahlanka ba hae ha ba a tla ho wena moo ho tla hlahloba naha, le ho e hlwela, hore ba tle ba e hape?” Yaba Hanune o tshwara bahlanka ba Davida, o ba beola ditedu, o hahola diaparo tsa bona ka lehare, ho ya fihla dibonong, a nto re ba tsamaye. Davida a tsebiswa kamoo banna bao ba entsweng kateng, mme a romela maqosa ho ya ba kgahlanyetsa, hobane banna bao ba ne ba hlabilwe ke dihlong haholo. Yaba kgosi Davida o re ho bona: “Dulang moo Jeriko ho fihlela ditedu tsa lona di hlomela, ebe jwale le a kgutla.” Ha Baamone ba bona hore ba kgopisitse Davida, Hanune le Baamone ba romela silefera e boima ba dikilo tse dikete tse mashome a mararo a metso e mene, ho ya hira dikariki tsa ntwa, le bahlabani ba dipere ba tswang Mesopotamia, le Maaka, le Soba. Ba hira dikariki tsa ntwa tse dikete tse mashome a mararo a metso e mmedi; ba hira le kgosi ya Maaka le bahlabani ba yona, mme bona ba tla, ba fihla ba hloma diahelo tsa bona haufi le Medeba. Baamone ba phutheha metseng ya bona, ba itokisetsa ho lwana. Ha Davida a utlwa taba ena, a romela Joabe le lebotho lohle la bahlabani. Baamone ba tswa, ba thea theko ya ntwa kapele ho kgoro ya motse. Dikgosi tse neng di tlile ho tla thusetsa, di ne di le naheng, di le ding. Ha Joabe a bona hore ba direng ba mo hlahile kapele le kamorao, a kgetha mokgetho hara bahale bohle ba Baiseraele, a o emisa ka theko, wa thulana le Baarame. Bahlabani ba bang bona a ba bea tlasa taolo ya ngwanabo, Abishai, le bona ba thea theko, ba thulana le Baamone. Joabe a re: “Haeba Baarame ba ka nkimela, wena o tla nthusetsa; le nna, ke tla o thusetsa haeba Baamone ba ka o imela. Tiisa matla, re lwane ka sebete, re lwanele setjhaba sa habo rona, le metse ya Modimo wa rona. Morena a ke a etse seo yena a bonang hore se lokile.” Jwale Joabe le bahlabani ba neng ba ena le yena ba atamela thekong ya Baarame, mme ditheko tsa kopana. Baarame ba baleha. Ha Baamone ba bona hore Baarame ba balehile, le bona ba baleha Abishai, ba ba ba ya kena motseng. Jwale Joabe a kgutlela Jerusalema. Ha Baarame ba bona hore Baiseraele ba ba hlotse, ba roma maqosa hore a late Baarame ba neng ba le kamose wane ho Noka, mme ba tla ba eteletswe pele ke Shofake, molaodi wa mabotho a Hadade-Esere. Hoba Davida a tsebiswe hona, a kgobokanya bahlabani bohle ba Baiseraele, a tshela Jorodane, mme a fihla ho Baarame, a thea theko ya ntwa. Ha a se a theile theko ya ntwa kapele ho Baarame, ba mo lwantsha. Baarame ba baleha Baiseraele. Davida a bolaya Baarame ba dikete tse supileng ba palamang dikariki tsa ntwa, le banna ba ditaaso ba dikete tse mashome a mane. A bolaya le Shofake, molaodi wa mabotho a bona. Ha bahlabani ba Hadade-Esere ba bona hore Baiseraele ba ba hlotse, ba etsa kgotso le Davida, ya eba bahlanka ba hae. Baarame ba se ke ba hlola ba thusetsa Baamone. Ha selemo se thwasa, e leng nako eo dikgosi di tlwaetseng ho futuha ka yona, Joabe a tswa le mabotho, me a ripitla naha ya Baamone. Kamorao ho moo a ya etsetsa motse wa Raba thibella. Ha e le Davida yena o ne a setse Jerusalema. Joabe a hlola motse wa Raba, mme a o timetsa. Davida a rodisa kgosi ya bona mofapahlooho wa yona wa kgauta, oo boima ba wona e neng e le dikilo tse mashome a mararo a metso e mene. O ne o kgabisitswe ka mahakwe a bohlokwa, mme ba o rwesa Davida. A tswa motseng oo a haharile kgapo e ngata, a bile a hapile le baahi ba motse oo; a ba sebedisa ka disakga, le ka dipeke, le ka dilepe. Metse yohle ya Baamone o ne a ye a e etse jwalo. Yaba Davida o kgutlela Jerusalema le bahlabani bohle. Kamorao ho mona, ntwa ya qhoma Gesere, pakeng tsa Baiseraele le Bafilesita. Sibekai wa Mohusha a bolaya Sipai, eo e neng e le seqhobane, mme Bafilesita ba hlolwa. Ntwa ya boela ya qhoma pakeng tsa Baiseraele le Bafilesita. Elehanana, mora wa Jaire, a bolaya Lahemi, ngwanabo Goliate wa Mogate, eo theko ya lerumo la hae e neng e le kaalo ka mofeng wa motjhine o ohlang. Ntwa e nngwe ya boela ya qhoma Gate, moo ho neng ho ena le safola ya monna. Le leng le le leng la matsoho a hae le maoto a hae le ne le ena le menwana e tsheletseng, kaofela e le menwana e mashome a mabedi a metso e mene. Le yena e ne e le seqhobane. Jonathane, mora wa Shima, ngwanabo Davida, a mmolaya, hobane o ne a ile a nyedisa Baiseraele. Batho bana ba ne ba tswetswe ke diqhobane tsa Gate; feela ba ile ba bolawa ke Davida le bahlanka ba hae. Satane a tsohela Baiseraele matla, mme a hlohleletsa Davida hore a bale Baiseraele. Davida a re ho Joabe le ho balaodi ba mabotho: “Tsamayang, le yo bala Baiseraele ho tloha Beeresheba, ho ya fihla Dane; le ntlisetse palo ya bona, ke tle ke e tsebe.” Joabe a re: “Morena a ke a atise palo ya setjhaba sa hae halekgolo! Feela, monga ka, kgosi ya ka, ha ke re Baiseraele bohle ke bahlanka ba monga ka? Jwale ke ka lebaka lang ha monga ka a lakatsa ho etsa ntho ee? Ke ka lebaka lang ha monga ka a etsa Baiseraele ba tle ba sitwe?” Leha ho le jwalo, yaba le se le dumme; Joabe a tsamaya le naha yohle ya Iseraele, mme qetellong a kgutlela Jerusalema. Joabe a fihla a bolella kgosi Davida palo ya setjhaba. Baiseraele bohle, bao e neng e le matsholathebe, ba ne ba le mileone le dikete tse lekgolo. Ba morabe wa Juda ba ne ba le dikete tse makgolo a mane le mashome a supileng. Empa Joabe o ne a sa ka a balella ba morabe wa Levi le ba morabe wa Benjamine, hobane o ne a hanyetsa taelo ya kgosi. Ketso ena ya Davida ya se ke ya kgahla Modimo, mme ka baka leo, a otla Baiseraele. Yaba Davida o re ho Modimo: “Ke entse sebe se seholo ka ho etsa ntho ena. Empa jwale ke a o rapela: Ako hlakole bokgopo bona ba mohlanka wa hao, hobane ke sebeditse ka bothoto bo boholo.” Morena a bua ho Gade, senohe sa Davida, a re ho yena: “Eya ho Davida, o fihle o re ho yena: Morena o bua tjena: Dintho ke tsena tse tharo: Ikgethele e le nngwe ya tsona, eo ke tla o otla ka yona. ” Yaba Gade o fihla ho Davida, o re ho yena: “Morena o bua tjena: Ikgethele! Ho be le sekoboto ka dilemo tse tharo; kapa ka nako ya kgwedi tse tharo o balehe dira tsa hao ha di ntse di o manakisa ka disabole; kapa, ho seng jwalo, ka matsatsi a mararo Morena a o futuhele ka sabole ya hae, e leng hore a dihele naha ee sewa, lengeloi la Morena le tsamaye hohle kahare ho naha ya Iseraele, le ntse le timetsa tsohle? Ka baka leo, inahanele karabo eo ke tla e isetsa ya nthomileng.” Davida a re ho Gade: “Ke tlaletswe haholo! Ho ena le ho wela diatleng tsa motho, nka mpa ka wela diatleng tsa Morena, hobane mohau wa hae o moholo haholo.” Jwale Morena a romela sewa naheng ya Iseraele, mme ha eshwa batho ba dikete tse mashome a supileng. Modimo a romela lengeloi Jerusalema ho ya e timetsa, empa yare ha le ntse le e timetsa, Morena a bona, mme a hauha ha a nahana koduwa eo, a re ho lengeloi le neng le ntse le timetsa batho: “Ho lekane! Kgaotsa!” Lengeloi la Morena le ne le eme seotlong sa Orenane wa Mojebuse. Ha Davida a re mahlo tloha! a bona lengeloi la Morena le eme sepakapakeng, le tshwere sabole, le e kokoseditse hodima Jerusalema. Bo-Davida le baholo ba setjhaba, ba neng ba apere diaparo tse mahwashe, ba obamela fatshe ka difahleho. Davida a re ho Modimo: “Ha ke re ke nna ya laetseng hore ho balwe setjhaba? Ke nna ya entseng sebe; ruri ke nna ya entseng bokgopo. Jwale dinku tsee tsona di entseng? Oho, Morena Modimo wa ka, ke a o rapela: Mpe o otle nna le ba lelapa leso, o se ke wa otla setjhaba sa hao.” Yaba lengeloi la Morena le laela Gade hore a bolelle Davida a nyolohe, a yo hahela Morena aletare seotlong sa Orenane wa Mojebuse. Davida a nyoloha ho ya ka polelo eo Gade a ileng a e bolela ka lebitso la Morena. Orenane o ne a ntse a pola koro. Ha a hetla, a bona lengeloi, empa bara ba hae ba bane bona ba ipata. Ha Davida a ntse a atamela ho Orenane, Orenane a mmona, a tloha seotlong, a isa hlompho ho Davida ka ho obama. Davida a re ho yena: “Nnee seotlo sena ke tle ke hahele Morena aletare ho sona, e le hore sewa se tle se kgaotse setjhabeng. O nthekisetse sona ka theko ya sona.” Orenane a re ho Davida: “Se nke feela, monga ka, kgosi ya ka, o etse ka sona kamoo o ratang kateng. Ke bile ke o fa le dipholo tsena hore o etse nyehelo ya setjheso ka tsona; ke o fa le selei sena se polang hore o etse patsi ka sona, le koro hore o etse nyehelo ya dijo ka yona. Tsena tsohle ke o fa tsona.” Empa kgosi Davida a re ho Orenane: “Tjhe, ke tla di reka ka theko ya tsona, hobane nke ke ka nka dintho tsa hao ke di nkela Morena, empa ke sa di reka; leha e le nyehelo ya setjheso nke ke ka e etsa ka tseo ke sa di rekang.” Yaba Davida o reka seotlo seo ka ditjhelete tsa kgauta tse ka bang boima ba dikilo tse supileng. Davida a hahela Morena aletare hona moo, a etsa nyehelo ya setjheso, le nyehelo ya teboho. A rapela Morena, mme Morena a mo arabela ka ho theola mollo o tswang lehodimong, a o theolela hodima aletare ya nyehelo ya setjheso. Jwale Morena a laela lengeloi, mme la busetsa sabole ya lona selateng sa yona. Ka yona nako eo, ha Davida a elellwa hore Morena o mo arabetse a le seotlong sa Orenane wa Mojebuse, yaba o se a ntse a etsetsa mahlabelo hona moo seotlong sa Orenane wa Mojebuse. Leaho la Morena, leo Moshe a neng a le etse ha a le nahathothe, le aletare ya nyehelo ya setjheso, di ne di ntse di le sebakeng sa borapedi se Gibeone. Empa Davida o ne a ke ke a ya teng ho ya botsa Morena, hobane o ne a tshaba sabole ya lengeloi la Morena. Jwale Davida a re: “Ena ke yona ntlo ya Morena Modimo, mme ena ke aletare ya nyehelo ya setjheso, moo Baiseraele ba tla sebeletsa Morena teng.” Davida a laela hore ho phuthwe baditjhaba ba neng ba le kahara naha ya Iseraele, mme a kgetha dibetli tsa majwe a tla haha Tempele ya Modimo. A bokella le tshepe e ngata, e tla etsa dipekere tsa mamati a menyako, le tsa manonyeletso a wona, le lethose le lengata hoo le neng le ke ke la lekanngwa. A fana le ka difate tsa kedare tse se nang palo, hobane Basidone le Batire ba ne ba ile ba mo tlisetsa difate tse ngata tse kedare. Davida a re: “Solomone, mora wa ka, o sa le monyenyane, o a tetema, mme Tempele e lokelang ho hahelwa Morena e tshwanela ho ba ntle haholo, e tume, e tlotlwe ke dinaha tsohle. Ha ho le jwalo, ke tla qalella ho etsa ditokiso tsa hore e tle e hahwe.” Kahoo, yare Davida a eso ka a eshwa, a etsa ditokiso tse kgolo. Jwale Davida a bitsa Solomone, mora wa hae, mme a mo laela ho hahela Morena Modimo wa Iseraele, Tempele. Davida a re ho Solomone: “Mora ka, ke ne ke rerile ho hahela Morena Modimo wa ka, Tempele. Empa polelo ya Morena e ile ya fihla ho nna, ya re: O tsholotse madi a mangata, o lwanne dintwa tse kgolo. Ka baka lena, o ke ke wa nkgahela Tempele, hobane o tsholotse madi a mangata pontsheng ya ka. Bona, o tla tswala mora, eo e tla ba motho wa kgotso. O tla phela ka kgotso le dira tsa hae tsohle, tse mo potapotileng. Lebitso la hae e tla ba Solomone, mme mehleng ya puso ya hae Baiseraele ba tla phela ka kgotso le ka kgutso. Ke yena ya tla nkgahela Tempele. E tla ba mora wa ka, nna ke be ntatae, mme ke tla tsitsisa terone ya hae naheng ena ya Iseraele kamehla. “Jwale he, mora ka, Morena a ke a be le wena, a o atlehise, o tle o tsebe ho hahela Morena Modimo wa hao, Tempele, jwalokaha a itse o tla etsa. Morena a ke a o fe bohlale le kutlwisiso, a etse hore o buse Baiseraele, o tle o tsebe ho boloka molao wa Morena Modimo wa hao. Ha o ka ela hloko ho phethahatsa ditaelo le melao eo Morena a e laetseng Moshe malebana le Baiseraele, o tla atleha. Eba monna, o be sebete; o se ke wa tshaba leha e le ho tsieleha. “Ke se ke ikgathaditse haholo, ke bokeletse kgauta e boima ba dithane tse ka bang dikete tse tharo le mashome a mane bakeng sa Tempele ya Morena, le silefera e boima ba dithane tse ka bang dikete tse mashome a mararo a metso e mene, le lethose, le tshepe, e leng dintho tse ke keng tsa lekanngwa ka baka la bongata ba tsona. Ke se ke bokeletse le difate le majwe. Dintho tsena o ka nna wa di eketsa. Etswe o na le basebetsi ba bangata: ba thuang majwe, le ba a betlang, le ba betlang mapolanka, le mefuta yohle ya ditsebi tsa mesebetsi yohle. Bongata ba kgauta, le silefera, le lethose, le tshepe, ke bo ke keng ba balwa. O eme ka maoto, o sebetse, mme Morena a ke a be le wena.” Davida o ne a ile a laela mahosana wohle a Baiseraele hore a thuse mora wa hae, Solomone, mme a re ho wona: “Ha ke re Morena Modimo wa lona, o na le lona? Ha ke re o le neile kgotso kahohle? O neelane ka baahi ba naha ena matsohong a ka, mme naha ena e buswa ke Morena le setjhaba sa hae. Ka baka leo, ineeleng ho Morena Modimo wa lona, ka dipelo tsa lona, le ka meya ya lona. Emang ke hona, le hahe Sehalalelo sa Morena Modimo, e le hore areka ya selekane sa Morena, le dintho tse halalelang tsa Modimo, di tle di tliswe ka Tempeleng e tla hahelwa Morena.” Ha Davida a se a hodile, e se e le mobu, a bea mora wa hae Solomone hore e be kgosi ya Baiseraele. Davida a phutha mahosana wohle a Baiseraele, le baprista, le Balevi. Ha balwa Balevi ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mararo ho ya hodimo. Palo ya bona, ha ba balwa ka bomong, ya eba dikete tse mashome a mararo a metso e robedi. Ba dikete tse mashome a mabedi a metso e mene ba bona ba bewa ho okamela mesebetsi ya Tempele ya Morena; ba dikete tse tsheletseng bona ya eba batsamaisi ba ditaba tsa naha ya Iseraele le baahlodi. Ba dikete tse nne ya eba balebedi ba menyako, mme ba dikete tse nne hape ba rorisa Morena ka diletsa tseo Davida a neng a laele hore di etswe. Davida a ba arola dihlopha tse tharo, ho ya ka bara ba Levi, e leng Gereshone, le Kohate, le Merari. Bara ba Gereshone e ne e le Ladane le Shimei. Bara ba Ladane ba ne ba le bararo: Letsibolo e ne e le Jehiele, a hlahlangwa ke Setame, le Joele. Bara ba Shimei le bona ba ne ba le bararo, e le Shelomite, le Hasiele, le Harane. Bana e ne e le dihlooho tsa lelapa la Ladane. Bara ba Shimei ba ne ba le bane, e le Jahate, le Sisa, le Jeushe, le Beriya. Jahate e ne e le yena hlooho, a hlahlangwa ke Sisa. Jeushe le Beriya ha ba a ka ba eba le bana ba bangata; ka baka leo, ba balellwa mmoho ho phetha mosebetsi o le mong. Bara ba Kohate ba ne ba le bane, e le Amorame, le Isihare, le Heborone, le Usiele. Bara ba Amorame e ne e le Arone le Moshe. Bo-Arone le bara ba hae ba kgethelwa hore kamehla yohle ba hlokomele dintho tse halalelang haholo, ba tjhesetse Morena mokubetso, ba mo sebeletse, ba hlohonolofatse setjhaba ka lebitso la hae kamehla. Bara ba Moshe, mohlanka wa Modimo, bona ba ile ba balellwa le ba morabe wa Levi. Bara ba Moshe e ne e le Gereshome, le Eleesere. Hlooho ya bara ba Gereshome e ne e le Shebuele; ya bara ba Eleesere e le Rehabeya. Eleesere o ne a se na bara ba bang, empa bara ba Rehabeya ba ne ba le bangata haholo. Hlooho ya bana ba Isihare e ne e le Shelomite. Letsibolo la Heborone e ne e le Jeriya, mora wa bobedi e le Amariya, wa boraro e le Jahasiele, wa bone e le Jekameame. Ho bara ba Usiele letsibolo e ne e le Mmika, wa bobedi e le Jeshia. Bara ba Merari e ne e le Mahele le Mushi; ba Mahele e le Eleasare le Kishe. Eleasare a shwa a se na bara, a ena le baradi feela. Bana babo bona, e leng bara ba Kishe, ba ba nyala. Bara ba Mushi ba ne ba le bararo, e le Mahele, le Edere, le Jeremote. Bana ke bara ba Levi, ho ya ka malapa a bo-ntata bona. E ne e le dihlooho tsa malapa a bo-ntata bona, mme ba ngotswe ka bomong bukeng ya mabitso. Ba ne ba sebeletsa ka Tempeleng ya Morena, ho tloha ha ba le dilemo tse mashome a mabedi ho ya hodimo. Davida o ne a re: “Morena Modimo wa Iseraele, o phomoditse setjhaba sa hae, e le hore se tle se ahe Jerusalema kamehla.” Ho tloha nakong eo, ha se ke ha hlola ho sa hlokahala hore Balevi ba jare Leaho le tsohle tseo ho neng ho sebeletswa ka tsona. Ka taelo ya ho qetela ya Davida, ha balwa Balevi ba dilemo tse mashome a mabedi ho ya hodimo. Mosebetsi wa bona e ne e le ho thusa ditloholo tsa Arone ha di sebeletsa ka Tempeleng ya Morena, le mabaleng a yona, le ka dikamoreng tsa yona, le ka ho hlwekisa dintho tsohle tse halalelang, le ka ho etsa mosebetsi ofe kapa ofe wa Tempele ya Morena. Ba ne ba hlokomela le bohobe bo halalelang, ba hlokomela le phofo e thumisehileng ya nyehelo ya dijo, le dikuku tse sa lomoswang, le tsohle tsa dipane, le tse neng di hadikwa, le tsohle tse neng di sebediswa ha ho lekanngwa bongata kapa boholo ba ntho. Hape mosebetsi wa bona e ne e le ho tsoha hoseng ba leboha Morena, mme ba mo rorisa, ba etsa jwalo le mantsiboya; leha ho etsetswa Morena dinyehelo tsohle tsa setjheso ka matsatsi a Sabatha, le ka mekete ya ho thwasa ha kgwedi, le ka mekete e kgethehileng. Ba ne ba etsa jwalo kapele ho Morena, ho ya ka palo eo ba e beetsweng ka molao. Ka tsela ena ba ne ba hlokomela Tente ya Morena, le Sehalalelo, mme ba thusa bara ba Arone, e leng bana babo bona, ho hlokomela ditshebeletso tsa Tempele ya Morena. Dihlopha tsa bara ba Arone ke tsena: Bara ba Arone e ne e le Nadabe, le Abihu, le Eleasare, le Itamare. Empa bo-Nadabe le Abihu ba ile ba shwa pele ho ntata bona, ba se na bara; kahoo Eleasare le Itamare ya eba bona baprista. Davida a ba arola dihlopha, ho ya ka mosebetsi oo ba neng ba o abetswe. Ha a ba arola o ne a thusitswe ke Sadoke, setloholo sa Eleasare, le Ahimeleke, setloholo sa Itamare. Bara ba Eleasare, bao e neng e le dihlooho, ba ne ba le bangata ho feta bara ba Itamare, mme ba arolwa jwalo. Hara bara ba Eleasare, bao e neng e le dihlooho tsa malapa abo bona, ba ne ba le leshome le metso e tsheletseng, mme hara bara ba Itamare bao e neng e le dihlooho tsa malapa abo bona ba ne ba le robedi. Ha ho kgethwa baprista ba Sehalalelo le baprista ba Tempele ya Modimo hara ditloholo tsa Eleasare le Itamare, ba arolwa ka lotho, ho se leeme. Mongodi ya bitswang Shemaya, mora wa Netanele, e leng e mong wa Balevi, a ngola mabitso a bona bukeng, moo kgosi, le mahosana, le moprista Sadoke, le Ahimeleke, mora wa Abiatare, le dihlooho tsa malapa a baprista le a Balevi, ba leng teng. Ho ne ho ye ho ngolwe lelapa le le leng la Eleasare, ho ngolwe le le leng la Itamare, jwalojwalo. Lotho la pele la ntsha Jehoyaribe, la bobedi la ntsha Jedaya, la boraro la ntsha Harime, la bone la ntsha Seorime, la bohlano la ntsha Malakiya, la botshelela la ntsha Miamine, la bosupa la ntsha Hakose, la borobedi la ntsha Abiya, la borobong la ntsha Jeshua, la leshome la ntsha Shekaniya, la leshome le motso o mong la ntsha Eleashibe, la leshome le metso e mmedi la ntsha Jakime, la leshome le metso e meraro la ntsha Hupa, la leshome le metso e mene la ntsha Jeshebabe, la leshome le metso e mehlano la ntsha Bilega, la leshome le metso e tsheletseng la ntsha Imere, la leshome le metso e supileng la ntsha Hesire, la leshome le metso e robedi la ntsha Hapisese, la leshome le metso e robong la ntsha Petahiya, la mashome a mabedi la ntsha Jehesekele, la mashome a mabedi a motso o mong la ntsha Jakine, la mashome a mabedi a metso e mmedi la ntsha Gamule, la mashome a mabedi a metso e meraro la ntsha Delaya, la mashome a mabedi a metso e mene la ntsha Maasiya. Ba ne ba sebeletsa ka Tempeleng ya Morena ka tlhatlhamano yona ena, ho latela melao eo ba neng ba e laetswe ke Arone, moholoholo wa bona, jwalokaha Morena Modimo wa Iseraele, a ne a ile a mo laela. Bara ba bang ba Levi e ne e le bana: Shubaele e ne e le e mong wa bara ba Amorame; Jehedeya e le e mong wa bara ba Shubaele. Hara bara ba Rehabeya, Jishiya e ne e le letsibolo; ho ba Isihare, e mong e ne e le Shelomote; hara bara ba Shelomote e mong e le Jahate. Ho bara ba Heborone letsibolo e ne e le Jeriya, wa bobedi e le Amariya, wa boraro e le Jahasiele, wa bone e le Jekameame. Ho bara ba Usiele e ne e le Mmika; ho bara ba Mmika e le Shamire. Ngwanabo Mmika e ne e le Jishiya; ho bara ba Jishiya e le Sekariya. Bara ba Merari e ne e le Mahele le Mushi; mora wa Jaasiya e le Beno. Ditloholo tsa Merari tse tswetsweng ke Jaasiya e ne e le Beno, le Shohame, le Sakure, le Ibiri. Mahele a tswala Eleasare ya sa kang a ba le bara. Mora wa Kishe e ne e le Jerahemeele. Bara ba Mushi e ne e le Mahele, le Edere, le Jerimote. Bana e ne e le bona Balevi ho ya ka malapa abo bona. Jwalokaha bana babo bona, e leng ditloholo tsa Arone, ba ile ba etsa lotho, le bona ba le etsa moo Davida, le Sadoke, le Ahimeleke, le dihlooho tsa malapa a baprista le a Balevi, ba leng teng. Malapa a matsibolo le a dikgorula a ne a etswa ka ho tshwana. Bo-Davida le balaodi ba mabotho ba kgetha ba bang ba bara ba Asafo, le ba Hemane, le ba Jedutune, hore ha diharepa, le dikatara, le matlheretlhere, di ba kenya moya, ba phatlalatse molaetsa wa Modimo. Lenane la banna ba neng ba sebetsa mosebetsi ona ke lena: Hara bara ba Asafo e ne e le Sakure, le Josefa, le Netaniya, le Asarela. Ba ne ba okametswe ke Asafo, ya neng a phatlalatsa molaetsa ho ya ka taelo ya kgosi. Hara bara ba Jedutune e ne e le Gedaleya, le Seri, le Jeshaya, le Shimei, le Hashabiya, le Matiteya. Ba ne ba tsheletse, mme ba okametswe ke ntata bona Jedutune, ya neng a letsa harepa ha a phatlalatsa molaetsa wa Modimo, a leboha Morena, a bile a mo rorisa. Hara bara ba Hemane teng e ne e le Bukiya, le Mataneya, le Usiele, le Shebuele, le Jerimote, le Hananiya, le Hanani, le Eleata, le Gidaleti, le Romameti-Esere, le Joshebekasha, le Maloti, le Hotire, le Mahasiote. Bana bohle e ne e le bara ba Hemane, senohe sa kgosi ditabeng tsa Modimo. Modimo a matlafatsa Hemane ka ho mo fa bara ba leshome le metso e mene, le baradi ba bararo. Batho bana bohle ba ne ba okametswe ke ntata bona, ba bina ka Tempeleng ya Morena; ba letsa matlheretlhere, le dikatara, le diharepa, nakong ya ditshebeletso ka Tempeleng ya Modimo, ho latela taelo ya kgosi ho bo-Asafo, le Jedutune, le Hemane. Bana bohle, hammoho le bang ka bona, ba ne ba rutilwe, mme ba tseba ho binela Morena. Ba ne ba le makgolo a mabedi, le mashome a robedi a metso e robedi. Batjha le maqheku, baruti le barutuwa, ba abelwa mosebetsi ka lotho, ka ho tshwana. Lotho la pele, e leng la lelapa la Asafo, la ntsha Josefa. La bobedi la ntsha Gedaleya, le bana babo, le bara ba hae, mme kaofela ba eba leshome le metso e mmedi. La boraro la ntsha Sakure, le bara ba hae, le bana babo, mme kaofela ba eba leshome le metso e mmedi. La bone la ntsha Isiri, le bara ba hae, le bana babo, mme kaofela ba eba leshome le metso e mmedi. La bohlano la ntsha Netaniya le bara ba hae, le bana babo, mme kaofela ba eba leshome le metso e mmedi. La botshelela la ntsha Bukiya, le bara ba hae, le bana babo, mme kaofela ba eba leshome le metso e mmedi. La bosupa la ntsha Jesharela, le bara ba hae, le bana babo, mme kaofela ba eba leshome le metso e mmedi. La borobedi la ntsha Jeshaya, le bara ba hae, le bana babo, mme kaofela ba eba leshome le metso e mmedi. La borobong la ntsha Mataneya, le bara ba hae, le bana babo, mme kaofela ba eba leshome le metso e mmedi. La leshome la ntsha Shimei, le bara ba hae, le bana babo, mme kaofela ba eba leshome le metso e mmedi. La leshome le motso o mong la ntsha Asariele, le bara ba hae, le bana babo, mme kaofela ba eba leshome le metso e mmedi. La leshome le metso e mmedi la ntsha Mashabiya, le bara ba hae, le bana babo, mme kaofela ba eba leshome le metso e mmedi. La leshome le metso e meraro la ntsha Shubaele, le bara ba hae, le bana babo, mme kaofela ba eba leshome le metso e mmedi. La leshome le metso e mene la ntsha Matiteya, le bara ba hae, le bana babo, mme kaofela ba eba leshome le metso e mmedi. La leshome le metso e mehlano la ntsha Jerimote, le bara ba hae, le bana babo, mme kaofela ba eba leshome le metso e mmedi. La leshome le metso e tsheletseng la ntsha Hananiya, le bara ba hae, le bana babo, mme kaofela ba eba leshome le metso e mmedi. La leshome le metso e supileng la ntsha Joshebekasha, le bara ba hae, le bana babo, mme kaofela ba eba leshome le metso e mmedi. La leshome le metso e robedi la ntsha Hanani, le bara ba hae, le bana babo, mme kaofela ba eba leshome le metso e mmedi. La leshome le metso e robong la ntsha Maloti, le bara ba hae, le bana babo, mme kaofela ba eba leshome le metso e mmedi. La mashome a mabedi la ntsha Eleata, le bara ba hae, le bana babo, mme kaofela ba eba leshome le metso e mmedi. La mashome a mabedi a motso o mong la ntsha Hotire, le bara ba hae, le bana babo, mme kaofela ba eba leshome le metso e mmedi. La mashome a mabedi a metso e mmedi la ntsha Gidaleti, le bara ba hae, le bana babo, mme kaofela ba eba leshome le metso e mmedi. La mashome a mabedi a metso e meraro la ntsha Mahasiote, le bara ba hae, le bana babo, mme kaofela ba eba leshome le metso e mmedi. La mashome a mabedi a metso e mene la ntsha Romameti-Esere, le bara ba hae, le bana babo, mme kaofela ba eba leshome le metso e mmedi. Dihlopha tsa balebedi ba menyako di ne di eme tjena: Ho bara ba Kora e ne e le Meshelemiya, mora wa Kore, e mong wa bara ba Asafo. Bara ba Meshelemiya e ne e le Sekariya, letsibolo la hae, wa bobedi e le Jediaele, wa boraro e le Sebadiya, wa bone e le Jateniele, wa bohlano e le Elame, wa botshelela e le Jehohanane, wa bosupa e le Eleunai. Bara ba Obede-Edomo e ne e le Shemaya, letsibolo la hae, wa bobedi e le Jehosabada, wa boraro e le Jowa, wa bone e le Sakara, wa bohlano e le Netanele, wa botshelela e le Amiele, wa bosupa e le Isakare, wa borobedi e le Peuletai, ho ya kamoo Modimo a neng a hlohonolofaditse Obede-Edomo kateng. Mora wa hae Shemaya a tswala bara ba neng ba busa lelapa lohle labo bona, hobane e ne e le bahale. Bara ba Shemaya e ne e le Oteni, le Refaele, le Obede, le Elesabade. Baena ba bona, e leng Elehu le Semakiya, e ne e le banna ba matla. Bana bohle e ne e le ditloholo tsa Obede-Edomo; bona le bara ba bona, le bang ka bona, e ne e le banna ba matla, ba sebetsang ka thata. Ditloholo tsa Obede-Edomo di ne di le mashome a tsheletseng a metso e mmedi. Meshelemiya le yena o ne a ena le bara, le baena ba matla, ba leshome le metso e robedi. Le Hosa, wa bana ba Merari, o ne a ena le bara. Shimeri e ne e le yena hlooho ya bona. Le hoja e ne e se yena letsibolo, feela ntatae o ile a mo etsa hlooho. Mora wa bobedi e ne e le Hilekiya, wa boraro e le Tebaleya, wa bone e le Sekariya. Kaofela bara ba Hosa le baena ba hae ba ne ba le leshome le metso e meraro. Dihlopha tsena tsa balebedi ba menyako, di le tlasa baokamedi ba tsona, di ne di abetswe ho sebeletsa ka Tempeleng ya Morena, sehlopha ka seng se sebeletsa jwaloka tse ding. Monyako ka mong wa kgethelwa balebedi ba wona ka lotho, ho ya ka malapa abo bona, ha kgethwa ba baholo le ba banyenyane. Lotho le kgethang molebedi wa monyako o ka botjhabela la ntsha Shelemiya. Mora wa hae Sekariya, eo e neng e le moeletsi ya bohlale, le yena a etsetswa lotho, mme la mo ntshetsa ho lebela monyako o ka leboya. Lotho le kgethang molebedi wa monyako o ka borwa la ntsha Obede-Edomo, mme lotho le kgethang balebedi ba ntlo ya polokelo la ntsha bara ba hae. Lotho le kgethang balebedi ba monyako o ka bophirimela, le balebedi ba monyako wa Shalekete, o mmileng o kahodimo, la ntsha Shupime le Hosa. Balebedi ba ne ba suthelana. Ka letsatsi le leng le le leng, Balevi ba tsheletseng ba ne ba lebela ka botjhabela, ba bane ba lebela ka leboya, ba bane ba lebela ka borwa, mme tlung ya polokelo ba lebela ka bobedi, ba suthelana. Lebaleng le ka bophirimela, ba bane ba ne ba lebela pela tsela, ba babedi ba lebela hona lebaleng moo. Tsena e ne e le tsona dihlopha tsa balebedi ba menyako, bao e neng e le ditloholo tsa Kore le tsa Merari. Balevi, le bana babo bona, e ne e le bona balebedi ba matlotlo a Tempele ya Modimo, le balebedi ba matlotlo a dimpho tse halalelang. Hara ditloholo tsa Ladane, wa morabe wa Gereshone, bao e neng e le dihlooho tsa malapa abo bona e ne e le ditloholo tsa Jehiele. Bara ba Jehiele, e leng Setame le Joele ngwanabo, e ne e le balebedi ba matlotlo a Tempele ya Morena. Hara ditloholo tsa Amorame, le tsa Isihare, le tsa Heborone, le tsa Usiele, setloholo sa Moshe, e leng Shebuele, mora wa Gereshome, e ne e le yena mookamedi wa balebedi ba matlotlo. Bang ka yena, ba tswetsweng ke Eleesere, ke bana: Eleesere a tswala Rehabeya, Rehabeya a tswala Jeshaya, Jeshaya a tswala Jorame, Jorame a tswala Sikeri, Sikeri a tswala Shelomite. Ke bo-Shelomite le bana babo, bao e neng e le balebedi ba matlotlo a dimpho tse abetsweng Morena, tseo kgosi Davida, le dihlooho tsa malapa, le balaodi ba bahlabani ba sekete, le ba bahlabani ba lekgolo, le balaodi ba mabotho, ba ileng ba di abela Morena. Dinthong tse ileng tsa hapuwa ntweng, ba fana ka tse ding hore di tle di sebediswe Tempeleng ya Morena. Tsohle tseo moporofeta Samuele, le Saule mora wa Kishe, le Abinere mora wa Nere, le Joabe mora wa Seruya, ba neng ba di abetse Morena, le tsohle tseo mang kapa mang a neng a di abetse Morena, di ne di laolwa ke Shelomite le bana babo. Hara ditloholo tsa Isihare, Kenaniya le bara ba hae ba ne ba abetswe mosebetsi wa ho tsamaisa ditaba tsa naha ya Iseraele, e le bangodi le baahlodi. Hara ditloholo tsa Heborone, Hashabiya le bana babo ba sekete le makgolo a supileng bao e neng e le bahale, e ne e le bona baokamedi ba mosebetsi wohle wa Morena, ba okametse le tshebeletso yohle ya kgosi naheng ya Iseraele e ka bophirimela ho Jorodane. Hara ditloholo tsa Heborone, Jeriya e ne e le yena hlooho, ho ya ka ho hlahlamana ha malapa abo tsona. Ka selemo sa mashome a mane sa puso ya Davida, ba fuputsa hara ba morabe wa Heborone, mme ha fumanwa bahale Jasere e Gileade. Bang ka yena, ba dikete tse pedi le makgolo a supileng bao e neng e le bahale, e bile e le dihlooho tsa malapa abo bona, ba laelwa ke Davida hore ditabeng tsohle tsa borapedi, le tsa puso, ba okamele ba morabe wa Rubene, le wa Gade, le ba karolo ya morabe wa Manase. Lena ke lenane la bana ba Iseraele, ho ya ka palo ya bona, e leng dihlooho tsa malapa a bona, le balaodi ba bahlabani ba dikete, le ba bahlabani ba makgolo, le bahlanka ba sebeletsang kgosi ditabeng tsohle tse amanang le mabotho. Ba ne ba sebetsa ka dihlopha tse suthelanang ka kgwedi le kgwedi, selemo sohle. Lebotho ka leng le ne le ena le bahlabani ba dikete tse mashome a mabedi a metso e mene. Jeshobame, mora wa Sabediele, o ne a laola lebotho le kenang mosebetsing ka kgwedi ya pele. Le ne le ena le bahlabani ba dikete tse mashome a mabedi a metso e mene. E ne e le wa leloko la Perese, e le hlooho ya balaodi bohle ba mabotho a sebetsang ka kgwedi ya pele. Dodai, wa morabe wa Ahohi, o ne a laola lebotho le kenang mosebetsing ka kgwedi ya bobedi, motlatsi wa hae e ne e le Mikelote. Le yena lebotho la hae le ne le ena le bahlabani ba dikete tse mashome a mabedi a metso e mene. Benaya, mora wa Moprista e Moholo Jehoyada, e ne e le molaodi wa lebotho le kenang mosebetsing ka kgwedi ya boraro. Lebotho la hae le ne le ena le bahlabani ba dikete tse mashome a mabedi a metso e mene. Ke yena Benaya yane eo e neng e le e mong wa bahale ba mashome a mararo e bile e le mookamedi wa bona. Amisabade, mora wa hae, e ne e le yena ya laolang lebotho lena. Asaele, ngwanabo Joabe, e ne e le molaodi wa lebotho le kenang mosebetsing ka kgwedi ya bone. Sebadiya, mora wa hae, o ne a mo hlahlama. Lebotho la hae le ne le ena le bahlabani ba dikete tse mashome a mabedi a metso e mene. Shameute, wa morabe wa Isera, e ne e le molaodi wa lebotho le kenang mosebetsing ka kgwedi ya bohlano. Lebotho la hae le ne le ena le bahlabani ba dikete tse mashome a mabedi a metso e mene. Ira, mora wa Ikeshe wa Tekowa, e ne e le molaodi wa lebotho le kenang mosebetsing ka kgwedi ya botshelela. Lebotho la hae le ne le ena le bahlabani ba dikete tse mashome a mabedi a metso e mene. Helese wa Mopelone, wa morabe wa Efraime, e ne e le molaodi wa lebotho le kenang mosebetsing ka kgwedi ya bosupa. Lebotho la hae le ne le ena le bahlabani ba dikete tse mashome a mabedi a metso e mene. Sibekai wa Mohusha, wa morabe wa Sera, e ne e le molaodi wa lebotho le kenang mosebetsing ka kgwedi ya borobedi. Lebotho la hae le ne le ena le bahlabani ba dikete tse mashome a mabedi a metso e mene. Abiesere wa Moanatote, wa morabe wa Benjamine, e ne e le molaodi wa lebotho le kenang mosebetsing ka kgwedi ya borobong. Lebotho la hae le ne le ena le bahlabani ba dikete tse mashome a mabedi a metso e mene. Maharai wa Monetofa, wa morabe wa Sera, e ne e le molaodi wa lebotho le kenang mosebetsing ka kgwedi ya leshome. Lebotho la hae le ne le ena le bahlabani ba dikete tse mashome a mabedi a metso e mene. Benaya wa Mopiratone, wa morabe wa Efraime, e ne e le molaodi wa lebotho le kenang mosebetsing ka kgwedi ya leshome le motso o mong. Lebotho la hae le ne le ena le bahlabani ba dikete tse mashome a mabedi a metso e mene. Heledai wa Monetofa, wa morabe wa Oteniele, e ne e le molaodi wa lebotho le kenang mosebetsing ka kgwedi ya leshome le metso e mmedi. Lebotho la hae le ne le ena le bahlabani ba dikete tse mashome a mabedi a metso e mene. Dihlooho tsa merabe ya Iseraele e ne e le tsena: Hlooho ya ba morabe wa Rubene e ne e le Eleesere, mora wa Sikeri; ya ba morabe wa Simeone e le Shefatiya, mora wa Maaka. Ho ba morabe wa Levi, hlooho e ne e le Hashabiya, mora wa Kemuele; ho ba morabe wa Arone e le Sadoke. Ho ba morabe wa Juda hlooho e ne e le Elehu, e mong wa bana babo Davida; ho ba morabe wa Isakare e le Omeri, mora wa Mikaele. Ho ba morabe wa Sebulone hlooho e ne e le Jishemaya, mora wa Obadiya; ho ba morabe wa Nafthali e le Jeremote, mora wa Aseriele. Ho ba morabe wa Efraime hlooho e ne e le Hoshea, mora wa Asasiya; ho ba karolo e nngwe ya ba morabe wa Manase e le Joele, mora wa Pedaya. Ho ba karolo e nngwe ya ba morabe wa Manase e Gileade, hlooho e ne e le Ido, mora wa Sekariya; ho ba morabe wa Benjamine e le Jaasiele, mora wa Abinere. Ho ba morabe wa Dane hlooho e ne e le Asariele, mora wa Jerohame. Bana e ne e le mahosana a merabe ya Iseraele. Empa Davida ha a a ka a bala ba dilemo tse mashome a mabedi ho ya tlase, hobane Morena o ne a itse o tla ngatafatsa Baiseraele, ba be kaalo ka dinaledi tsa lehodimo. Joabe, mora wa Seruya, o ne a ile a qala ho bala batho, empa a se ke a qeta. Ho bala setjhaba hoo ha tlisetsa Baiseraele kotlo; ka baka leo, palo eo ha ya ka ya ngolwa Bukeng ya Diketsahalo tsa kgosi Davida. Matlotlo a kgosi a ne a hlokomelwa ke Asemafete, mora wa Adiele; athe disiu tse ka mathoko, le tse metseng, le tse metsaneng, le tse diqhobosheaneng, di ne di hlokomelwa ke Jehonathane, mora wa Usiya. Eseri, mora wa Kelobe, o ne a hlokomela balemi. Shimei, ya neng a ahile Rama, o ne a hlokomela masimo a morara; Sabedi, ya neng a ahile Shifame, o ne a hlokomela morara o yang ditlhotlelong. Baale-Hanane wa Mogedere, o ne a hlokomela difate tsa mohlwaare le tsa monokotshwai tse maralleng a ka bophirimela; Jowashe o ne a hlokomela matlo ao ho bolokwang ole ka ho wona. Shiterai wa Mosharone o ne a hlokomela dikgomo tse neng di le metebong e Sharone; Shafate, mora wa Adelai, o ne a hlokomela dikgomo tse neng di le ka dikgohlong. Obile wa Moishemaele o ne a hlokomela dikamele; Jehedeya, ya neng a ahile Meronote, o ne a hlokomela ditonki. Jasise wa Mohagare o ne a hlokomela dikgutshwane. Bana bohle e ne e le badisa ba maruo wohle a kgosi Davida. Jonathane, rangwana Davida, e ne e le moeletsi ya bohlale, e bile e le mongodi, mme Jehiele, mora wa Hakemoni, o ne a hlokomela bara ba kgosi. Ahitofele e ne e le moeletsi wa kgosi; Hushai wa Moarake e le motswalle wa kgosi. Ahitofele a hlahlangwa ke Jehoyada, mora wa Benaya, le Abiatare. Molaodi wa mabotho a kgosi e ne e le Joabe. Davida a kgobokanya mahosana wohle a Iseraele, Jerusalema, le mahosana a merabe, le balaodi ba mabotho a sebeletsang kgosi ka dihlopha tsa wona ka ho suthelana, le balaodi ba bahlabani ba dikete, le balaodi ba ba makgolo, le bahlokomedi ba maruo wohle le matlotlo wohle a kgosi, le bahlokomedi ba bara ba kgosi, le bahlanka bohle, le banna ba dinatla, le bahale. Jwale kgosi Davida a ema, a re: “Mmameleng, lona bana beso, le setjhaba sa heso. Ke ne ke ena le maikutlo a ho hahela areka ya selekane sa Morena Tempele, eo e tla dula ka ho yona, le moo Modimo wa rona a tla namela teng, mme ke se ke entse ditokiso tsa ho e haha. Empa Modimo o ile a re ho nna: O ke ke wa nkgahela Tempele, hobane o bile motho wa dintwa, mme o tsholotse madi. “Leha ho le jwalo, Morena Modimo wa Iseraele, o kgethile nna, ho ba lelapa lohle la ntate, hore ke be kgosi ya Iseraele kamehla yohle. O kgethile Juda ho ba moetapele, mme morabeng wa Juda o kgethile lelapa leso. Hara bana beso o ile a kgahlwa ke nna, mme a mpea kgosi ya Iseraele yohle. Morena o mphile bara ba bangata, mme hara bara bohle o kgethile Solomone, mora wa ka, ho dula teroneng ya mmuso wa Morena, a buse Iseraele. “Morena o ile a re ho nna: Solomone, mora wa hao, ke yena ya tla nkgahela Tempele, le mabala a yona, hobane ke mo kgethile hore e be mora wa ka, mme nna ke be ntatae. Ke tla tiisa mmuso wa hae kamehla yohle, haeba a ka nna a boloka melao ya ka le ditemoso tsa ka, jwalokaha a ntse a etsa. “Ka baka leo, pontsheng ya Baiseraele bohle, e leng setjhaba sa Morena, le moo Modimo wa rona a ntseng a utlwa, batlang, mme le boloke melao yohle ya Morena Modimo wa lona, e le hore le tle le rue naha ena e ntle, le e siele bana ba lona, e be ya bona kamehla yohle. “Jwale wena Solomone, mora wa ka, tseba Modimo wa ntatao, o mo sebeletse ka pelo ya hao yohle, le ka maikutlo a hao wohle. Morena o lekola dipelo tsohle, mme o tseba menahano yohle, le mehopolo yohle. Ha o ka mmatla, o tla mo fumana, empa haeba o ka mo furalla, o tla o lahlela ruri! Hlokomela he, hobane Morena o o kgethetse hore o mo hahele Tempele eo e leng Sehalalelo sa hae. Eba monna, o etse jwalo.” Jwale Davida a nea Solomone, mora wa hae, setshwantsho sa lethule la Tempele, le sa matlo a yona, le sa dikamore tsa matlotlo, le sa dikamore tse kahodimo, le sa dikamore tse kahare, le sa sekwahelo sa tefelo ya sebe. A mo nea le setshwantsho sa tsohle tse neng di le mohopolong wa hae, e leng mabala a Tempele ya Morena, le dikamore tse a potapotileng, le dikamore tsa matlotlo a Tempele ya Modimo, le dikamore tsa dimpho tse halalelang. Davida a laela Solomone kamoo a tla hlopha baprista le Balevi kateng, hore ba etse mosebetsi wohle wa tshebeletso ya Tempele ya Morena; le kamoo thepa yohle e tla sebediswa kateng ha ho sebeletswa ka Tempeleng ya Morena. A mo laela le hore na boima ba kgauta le ba silefera e tla etsa thepa yohle, e tla sebediswa, bo be bokae. A mmolella le boima ba kgauta e tla etsa didulwana tsa mabone, le e tla etsa mabone, le boima ba silefera e tla etsa didulwana tsa mabone, le e tla etsa mabone, ho ya kamoo sedulwana ka seng se tla sebediswa kateng. A mmolella le boima ba kgauta e tla etsa tafole e nngwe le e nngwe e tla bea bohobe bo halalelang, le boima ba silefera e tla etsa ditafole tsa silefera, le boima ba kgauta e hlwekisitsweng e tla etsa difereko, le dikotlolwana, le dikomiki, le boima ba kgauta e tla etsa sekotlolo ka seng sa kgauta, le boima ba silefera e tla etsa sekotlolo ka seng sa silefera. A ba a mmolella le boima ba kgauta e hlwekisitsweng, e tla etsa aletare ya ho tjhesetsa mokubetso, a mo nea le setshwantsho sa kariki, ke ho re sa dikerubime tsa kgauta, tse tla thathalatsa mapheo, di kgurumetse areka ya selekane sa Morena. Yaba Davida o re: “Tsena tsohle ke di ngotse, hobane letsoho la Morena le ile la ntataisa, mme a etsa hore ke utlwisise diqaqiso tsohle tsa setshwantsho sena.” Davida a boela a re ho mora wa hae Solomone: “Eba monna, o be sebete, o etse jwalo. O se ke wa tshaba, kapa wa tsieleha, hobane Morena Modimo, e leng Modimo wa ka, o tla ba le wena. Ha a ka ke a o lahla, kapa a o furulla, ho fihlela o qeta mosebetsi wohle wa ho haha Tempele ya Morena. Dihlopha tsa baprista le tsa Balevi di tla o thusa mosebetsing wohle wa Tempele ya Modimo. Banna bohle ba ditsebi ba tla o thusa mesebetsing yohle e batlang tsebo; le mahosana le setjhaba sohle se tla mamela taelo ya hao.” Kgosi Davida a boela a re ho setjhaba sohle: “Solomone, mora wa ka, eo e leng yena feela eo Modimo a mo kgethileng, o sa le monyenyane, o a tetema, athe mosebetsi o moholo, hobane Tempele ena hase ya motho, empa ke ya Morena Modimo. Ka matla a ka wohle ke lokisitse dintho tsa Tempele ya Modimo wa ka: Kgauta e tla etsa dintho tsa kgauta, le silefera e tla etsa dintho tsa silefera, le lethose le tla etsa dintho tsa lethose, le tshepe e tla etsa dintho tsa tshepe, le mapolanka a tla etsa dintho tsa mapolanka, le majwe a bohlokwa a oniki, le majwe a phatsimang a tla kgabisa, a mebalabala, le mefuta yohle ya majwe a bohlokwa, le mahakwe. Ho feta mona, kaha ke rata Tempele ya Modimo wa ka, kahodima tsohle tseo ke seng ke di lokiseditse Tempele ena e halalelang, le nna ke abela Tempele ena ya Modimo wa ka matlotlo a ka a kgauta le a silefera: Ke kgauta ya Ofire, e etsang boima ba dithane tse lekgolo, le silefera e hlwekisitsweng, e etsang boima ba dithane tse makgolo a mabedi le mashome a mane, e tla manehwa maboteng a Tempele; e leng kgauta e tla etsa dintho tsa kgauta, le silefera e tla etsa dintho tsa silefera, le mesebetsi yohle e tla etswa ke ditsebi tsa mesebetsi ya matsoho. Jwale ke mang ya ithaopelang ho sebeletsa Morena kajeno?” Yaba bao e leng dihlooho tsa malapa abo bona, le mahosana a merabe ya Iseraele, le balaodi ba bahlabani ba sekete, le ba ba lekgolo, le baokamedi ba mesebetsi ya kgosi, ba a ithaopa. Bakeng sa mesebetsi ya Tempele ya Modimo ba fana ka kgauta eo boima ba yona bo fetang dithane tse lekgolo le mashome a supileng, le silefera eo boima ba yona bo fetang dithane tse makgolo a mararo le mashome a mane, le lethose le etsang boima bo ka bang dithane tse makgolo a tsheletseng le mashome a mabedi, le tshepe eo boima ba yona bo fetang dithane tse dikete tse tharo le makgolo a mane. Ba neng ba ena le majwe a bohlokwa ba a abela letlole la Tempele ya Morena le neng le hlokomelwa ke Jehiele wa Mogereshone. Setjhaba sa nyakalla, hobane bao ba ne ba ithaopetse ho fana, mme ba efa Morena ka dipelo tsa bona tsohle. Kgosi Davida le yena a thaba haholo. Davida a rorisa Morena moo setjhaba sohle se leng teng, a re: “Kamehla le mehla ho roriswe wena, Morena Modimo wa ntata rona, wa ntata rona Iseraele. Boholo, le matla, le tlotla ke tsa hao, Morena, le tlholo, le botlotlehi. Tsohle tse lehodimong le lefatsheng ke tsa hao; mmuso ke wa hao, Morena, ke wena hlooho, o phahametse tsohle. Maruo le hlompho di tswa ho wena, tsohle di buswa ke wena; tsoho la hao le matla, le sefea, ho phahamisa le ho matlafatsa bohle. Re a o leboha Modimo wa rona, re rorisa lebitso la hao le tlotlehang. “Empa nna ke mang? Tjhaba sa ka sona ke eng, hoo re ka ithaopelang ho fana hakaalekaale? Tsohle ke tsa hao, mme tseo re faneng ka tsona di tswa ho wena. Mahlong a hao re baeti le bajaki, jwaloka bo-ntata rona bohle. Matsatsi a rona, lefatsheng mona, a jwaloka seriti, mme ha ho ya nang le tshepo. Oho, Morena Modimo wa rona, dintho tsena tsohle, tseo re di lokiseditseng ho o hahela Tempele ka tsona, ho tlotla lebitso la hao le halalelang, di tswa ho wena, ke tsa hao. Hape ke a tseba, Modimo wa ka, hore o leka pelo ya motho, mme o thabela ho loka. Ha e le nna ke o nyeheletse ka dintho tsena tsohle ka boithaopo, ka pelo ya ka yohle. Jwale ke thabetse le ho bona setjhaba sa hao, se teng mona, se o nyehella ka boithaopo. Oho, Morena Modimo wa bo-ntata rona Aborahama, le Isaka, le Iseraele, etsa hore maikutlo ana a nne a be teng mehopolong ya dipelo tsa setjhaba sa hao, se nne se tshepahale ho wena. Ako etse hore Solomone, mora wa ka, a tshepahale, hore a boloke melao ya hao, le ditemoso tsa hao, le ditaelo tsa hao, a phethe dintho tsena tsohle, a hahe Tempele eo ke seng ke lokiseditse hore e hahwe.” Yaba Davida o re ho setjhaba sohle: “Rorisang Morena Modimo wa lona!” Setjhaba sohle sa rorisa Morena Modimo wa bo-ntata sona; sa inamisa dihlooho tsa sona, sa kgumamela Morena, sa isa hlompho ho kgosi. Ka letsatsi le hlahlamang leo, setjhaba sa etsetsa Morena mahlabelo le dinyehelo tsa setjheso ka dipohwana tse sekete, le dipheleu tse sekete, le dikonyana tse sekete, le dinyehelo tsa dino, le mahlabelo a mang a mangata, a etsetswang Baiseraele bohle. Ka lona letsatsi leo ba eja, ba enwa ba nyakaletse haholo, ba le kapele ho Morena. Ba boela ba bea Solomone, mora wa Davida, kgetlo la bobedi, hore e be kgosi; ba mo tlotsetsa Morena, hore e be mmusi e moholo, Sadoke yena e be moprista. Solomone a dula teroneng ya Morena, ya eba kgosi sebakeng sa ntatae Davida, mme a atleha. Baiseraele bohle ba mo hlompha. Mahosana wohle, le bahale, le bara bohle ba kgosi, ba ipea tlasa kgosi Solomone. Morena a phahamisa Solomone haholo mahlong a Baiseraele bohle; a mo apesa botlotlehi boo ho seng kgosi e neng e kile ya eba le bona, naheng ya Iseraele, pele ho yena. Davida, mora wa Jese, a busa Baiseraele bohle. A ba busa ka dilemo tse mashome a mane; ka tse supileng a busa a le Heborone, ka tse mashome a mararo a metso e meraro a le Jerusalema. A shwa a se a tsofetse haholo, a phetse dilemo tse ngata, a bile le maruo, mme a hlompheha. Solomone, mora wa hae, a mo hlahlama. Diketso tsa kgosi Davida, ho tloha qalong ho isa qetellong, di ngotswe Bukeng ya Moporofeta Samuele, le Bukeng ya Moporofeta Nathane, le Bukeng ya Moporofeta Gade. Di ngotswe mmoho le tsohle tsa puso ya hae, le tsa bonatla ba hae, le diketsahalo tsohle tse ileng tsa mo hlahela naheng ya Iseraele, le mebusong yohle ya dinaha tse ding. Solomone, mora wa Davida, a tsitsa mmusong wa hae; Morena Modimo wa hae, a ba le yena, mme a mo phahamisa haholo. Jwale Solomone a bua le Baiseraele bohle, le balaodi ba bahlabani ba sekete, le ba bahlabani ba lekgolo, le baahlodi, le mahosana wohle a Baiseraele, e leng dihlooho tsa malapa abo bona. A tsamaya le setjhaba sohle, a ya sebakeng sa borapedi se neng se le Gibeone, hobane Tente ya Modimo eo Moshe, mohlanka wa Morena, a neng a e etse ha a le lehwatateng, e ne e le hona moo Gibeone. Feela Davida o ne a ile a nyolla areka ya Modimo Kiriate-Jearime, a e isa sebakeng seo a neng a e lokiseditse sona. O ne a e hlometse tente Jerusalema. Le aletare ya lethose eo Besalele, mora wa Uri, setloholo sa Hure, a neng a e entse, o ne a e hlomme kapele ho Leaho la Morena moo bo-Solomone le setjhaba ba neng ba eya teng ho ya bua le Morena. Solomone a hlwella aletareng ya lethose, kapele ho Morena. Aletare eo e ne e le pela Tente ya Morena, mme a etsetsa dinyehelo tsa setjheso tse sekete hodima yona. Hona bosiung boo Modimo a iponahatsa ho Solomone, a re ho yena: “Kopa seo o lakatsang hore ke o fe sona!” Solomone a re ho Modimo: “O bontshitse lerato le leholo ho Davida, ntate, mme o entse hore ke be kgosi, ke mo hlahlame. Jwale Morena Modimo, tshepiso eo o e etseditseng Davida, ntate, e ke e phethahale, hobane ke mona o nkentse kgosi ya setjhaba se sengata jwaloka lerole la lefatshe. Ako nnee bohlale le tsebo, e le hore ke tle ke tsebe ho etella setjhaba sena pele, hobane ke mang ya ka tsebang ho busa setjhaba see sa hao se sekaalekaale?” Modimo a re ho Solomone: “Kaha o kopile se ka pelong ya hao, o sa ikopela matlotlo, kapa maruo, kapa tlotla, kapa hore dira tsa hao di timetswe, kapa hore o phele halelele, o mpa o ikopetse bohlale le tsebo, hore o tle o tsebe ho busa setjhaba sa ka, seo ke o beileng ho ba kgosi ya sona, ke o nea bohlale, le tsebo. Ke tla be ke o nee le matlotlo, le tlotla, e leng tseo ho eso be le kgosi e kileng ya eba le tsona pele ho wena, kapa e tla ba le tsona kamorao ho wena.” Yaba Solomone o kgutlela Jerusalema, a etswa sebakeng sa borapedi se neng se le Gibeone, moo a neng a le kapele ho Tente ya Morena, mme a fihla a busa Baiseraele. Solomone a kgobokanya dikariki tsa ntwa le bahlabani ba palamang. O ne a ena le dikariki tsa ntwa tse sekete le makgolo a mane, le bahlabani ba palamang ba dikete tse leshome le metso e mmedi, bao a ileng a ba bea metseng eo ho bolokwang dikariki tsa ntwa ho yona, le Jerusalema moo a neng a le hona teng. Kgosi ya etsa hore motseng wa Jerusalema, silefera le kgauta di be ngata jwaloka majwe, le difate tsa dikedare di be ngata jwaloka difate tsa monokotshwai tse phuleng. Bahwebi ba kgosi Solomone ba ne ba mo rekela dipere Egepeta le Kuwe. Kariki ya ntwa e ne e rekwa ka silefera e ka etsang boima ba dikilo tse supileng, pere yona e le silefera e boima bo ka bang kilo le halofo. Bahwebi ba ne ba rekisetsa dikgosi tsohle tsa Bahete le tsa Baarame dipere tsena. Solomone a rera ho hahela Morena Tempele le ho ikgahela ntlo ya bokgosi. A kgetha banna ba dikete tse mashome a supileng ho thotha thepa ya ho haha, le ba dikete tse mashome a robedi ho betla majwe thabeng. A kgetha baokamedi ba bona ba dikete tse tharo le makgolo a tsheletseng. Solomone a romela molaetsa ho Hirame, kgosi ya Tire, a re: “Jwalokaha o ile wa sebetsa le Davida, ntate, wa mo romela difate tsa dikedare ho ikgahela ntlo, le nna ako sebetse le nna jwalo. Bona, ke hahela Morena Modimo wa ka, Tempele moo a tla kgumamellwa teng, mme ke mo abela yona. Ke moo ke tla mo tjhesetsa mokubetso o monko o monate teng. Ke moo re tla bea bohobe bo halalelang teng, re etsetse le nyehelo ya setjheso teng, hoseng le mantsiboya, le ka disabatha, le ka mekete ya ho thwasa ha kgwedi, le ka mekete e halalelang ya Morena Modimo wa rona. Ena ke taelo ya kamehla yohle e laetsweng Baiseraele. “Tempele ena eo ke tla e haha e kgolo hobane Modimo wa rona o moholo ho feta medimo yohle. Empa ke mang ya ka mo hahelang Tempele, haesitana le mahodimo a maholo hakaanakaana, a ke ke a mo lekana? Jwale ebe nna ke mang, hoo nka mo hahelang Tempele, haese feela ho haha sebakana sa ho mo tjhesetsa mahlabelo? “Ka lebaka lena, ako nthomelle monna wa setsebi, ya tsebang ho etsa dintho tsa kgauta, le tsa silefera, le tsa lethose, le tsa tshepe; ya tsebang le ho etsa masela a perese, le a mafubedu, le a maputswa; ya tla tseba ho rala ditshwantsho, a sebetse le banna ba ditsebi, bao ke nang le bona mona naheng ya Juda le Jerusalema, bao Davida, ntate, a seng a ba hlophile. “Hape o nthomelle difate tsa dikedare, le tsa modutu, le tsa alemaka, tse tswang Lebanone. Ke a tseba hore bahlanka ba hao ke ditsebi tsa ho rema difate, moo Lebanone, mme bahlanka ba ka ba tla sebetsa le ba hao, ba ntlhophele difate tse ngata, hobane Tempele eo ke tla e haha e tla ba kgolo ka mokgwa o makatsang. “Ke tla o romela koro e etsang boima ba dithane tse dikete tse pedi, le harese e etsang boima ba dithane tse dikete tse pedi, le veine e etsang dilethara tse dikete tse makgolo a mane, le ole ya mohlwaare e etsang dilethara tse dikete tse makgolo a mane, hore e be dijo tsa bahlanka ba hao ba tla rema difate.” Yaba Hirame, kgosi ya Tire, o araba Solomone ka lengolo, o re: “Kahobane Morena a ratile setjhaba sa hae, o o entse hore o be kgosi ya sona.” Hirame a tswela pele, a re: “Ho bokwe Morena Modimo wa Iseraele, ya entseng lehodimo le lefatshe, ya neileng Davida mora ya bohlale, ya nang le kelello le kutlwisiso, ya tla hahela Morena Tempele, a be a ikgahele ntlo ya bokgosi. “Jwale ke o romela monna ya bohlale, ya nang le kutlwisiso, ya bitswang Hurame. Ke mora wa mosadi e mong wa ba morabe wa Dane. Ntatae o ne a ahile Tire. Monna enwa o tseba ho etsa dintho tsa kgauta, le tsa silefera, le tsa lethose, le tsa tshepe; le ho betla majwe, le ho etsa dintho tsa lehong, le tsa masela a perese, le a maputswa, le a lene e lohehileng, le a mafubedu. O tseba le ho etsa moralo wa ntho efe le efe, le ho etsa setshwantsho sa ntho efe le efe eo ho thweng a e etse. Monna enwa o tla sebetsa le ditsebi tsa hao, le ditsebi tsa monga ka Davida, ntatao. “Ka baka lena, monga ka a ke a romele koro, le harese, le veine, le ole, e leng tseo a buileng ka tsona, ho rona bahlanka ba hae. Rona re tla rema difate tsohle tseo o di hlokang, mona Lebanone, re di tlamahanye, re di akgele lewatleng, di sike le lebopo di phaphametse, ho ya fihla Jopo. Jwale wena o tla di nka, o di ise Jerusalema.” Solomone a bala bajaki bohle ba neng ba le naheng ya Iseraele; a ba bala jwalokaha Davida, ntatae, a ne a ile a ba bala. Ha fumanwa ba le dikete tse lekgolo le mashome a mahlano a metso e meraro, le makgolo a tsheletseng. Ba dikete tse mashome a supileng a ba abela ho jara thoto; ba dikete tse mashome a robedi a ba abela ho thua majwe thabeng, mme ba dikete tse tharo le makgolo a tsheletseng bona a ba abela ho hlokomela batho ba sebetsang. Jwale Solomone a qala ho haha Tempele ya Morena, Jerusalema, thabeng ya Moria, seotlong sa Orenane wa Mojebuse, moo Morena a neng a iponahatse teng ho Davida, ntatae; e leng sebaka seo Davida a neng a se kgethe. A qala ho e haha ka letsatsi la bobedi la kgwedi ya bobedi, selemong sa bone sa puso ya hae. Ditekanyo tsa Tempele ya Modimo, eo Solomone a ileng a e haha, ke tsena: Bolelele e ne e le dimethara tse ka bang mashome a mabedi a metso e supileng, bophara e le dimethara tse ka bang robong. Bolelele ba lethule le kapele ho Tempele e ne e ka ba dimethara tse robong, bo lekana le bophara ba Tempele; bophahamo le bona e ka ba dimethara tse robong. Bokahare ba lethule a bo maneha kgauta e hlwekisitsweng. Mabota a Tempele a a maneha mapolanka a modutu, le wona a a kwahela ka kgauta a hlwekisitsweng. Hodima wona a etsa ditshwantsho tsa difate tsa dipalema, le meqhaka e lohilweng jwaloka ketane. A kgabisa Tempele ka majwe a bohlokwa, le ka kgauta e tswang Parefaime. A maneha bokahare ba marulelo, le dikosene tsa menyako, le mabota, le mamati a Tempele ka kgauta, mme a etsa ditshwantsho tsa dikerubime maboteng. A haha Sehalalelo se halalelang ka ho fetisisa. Bolelele ba sona bo ne bo lekana le bophara ba Tempele, e le dimethara tse ka bang robong, le bophara ba sona e le dimethara tse ka bang robong. A se maneha kgauta e hlwekisitsweng, e etsang boima ba dithane tse ka bang mashome a mabedi a motso o mong. Boima ba dipekere tsa kgauta e ne e ka ba dikeramo tse makgolo a tsheletseng. Le bokahare ba dikamore tse kahodimo bo ne bo manehilwe kgauta. Ka Sehalalelong se halalelang ka ho fetisisa a etsa dikerubime tse pedi, tse betlilweng, mme a di maneha kgauta. Bolelele ba mapheo a dikerubime ha a thathaletse e ne e ka ba dimethara tse robong. Bolelele ba lepheo le le leng la kerubime ya pele e ne e ka ba dimethara tse pedi le halofo. Le ne le thetsitse lebota la Tempele, ha lepheo le leng, le ntseng le lekana le lona, lona le ne le thetsana le lepheo la kerubime e nngwe. Ka mokgwa o tshwanang, lepheo le leng la kerubime ya bobedi le ne le etsa bolelele ba dimethara tse ka bang pedi le halofo, le thetsitse lebota le leng la Tempele, ha lepheo le leng, le bolelele bo lekanang le ba lepheo la pele, le ne le thetsitse lepheo la kerubime ya pele. Mapheo a dikerubime tsena tse pedi, ha a thathaletse, a ne a etsa bolelele ba dimethara tse ka bang robong. Dikerubime tsena di ne di eme ka maoto, di tadimile Sehalalelong. A etsa lesira ka masela a maputswa, le a perese, le a mafubedu, le a lene, mme a etsa ditshwantsho tsa dikerubime hodima lona. Kapele ho Tempele a haha ditshiya tse pedi, tseo bolelele ba tsona e neng e ka ba dimethara tse leshome le metso e tsheletseng. Tshiya e nngwe le e nngwe e ne e ena le kotola eo bophahamo ba yona e neng e ka ba dimethara tse pedi le halofo. A etsa mekgabiso e jwaloka diketane, a e bea kahodimo ho ditshiya; a etsa le dikgarenate tse lekgolo, mme a di hokela mekgabisong eo. A hloma ditshiya tseo kapele ho Tempele; e nngwe ya eba ka letsohong le letona, mme a e bitsa Jakine, e nngwe ya eba ka ho le letshehadi, mme a e bitsa Boase. Solomone a etsa aletare ya lethose. Bolelele ba yona e ne e le dimethara tse ka bang robong, bophara ba yona le bona e ka ba dimethara tse robong, bophahamo e ka ba dimethara tse nne le halofo. A etsa le tanka e tjhitja ka tshepe e qhibidisitsweng. Boahlamo ba molomo wa yona e ne e ka ba dimethara tse nne le halofo, bophahamo e ka ba dimethara tse tharo. Bolelele ba ho potapota boahlamo ba yona bo ne bo etsa dimethara tse ka bang leshome le metso e meraro le halofo. Katlasa molomo wa yona, ho o potapota, ho ne ho ena le ditshwantsho tsa dipohwana, mme halofong e nngwe le e nngwe ya methara ho ena le dipohwana tse leshome. Dipohwana di ne di entse mela e mmedi, di bopeletswe le tanka. Tanka e ne e dutse hodima mekokotlo ya dipohwana tse leshome le metso e mmedi; tse tharo di tadimile leboya, tse tharo di tadimile bophirimela, tse tharo di tadimile borwa, tse tharo di tadimile botjhabela. Tanka e ne e beilwe hodima mekokotlo ya tsona, di furallane. Morumo wa tanka e ne e le dimilemethara tse ka bang mashome a supileng a metso e mehlano, molomo wa yona o ahlame jwaloka molomo wa komiki, o ena le dithunthung tsa kgahla. E ne e tshela dilethara tse ka bang dikete tse mashome a tsheletseng. Jwale Solomone a etsa dikotlolo tse leshome tsa lethose, tsa ho hlatswetsa. A bea tse hlano ka lehlakoreng le letona, tse hlano ka lehlakoreng le letshehadi. Ka ho tsona ho ne ho hlatswetswa dintho tse sebediswang ha ho etswa nyehelo ya setjheso. Tanka yona e ne e sebediswa ke baprista ha ba itlhatswa. A etsa didulwana tsa mabone, tsa kgauta, tse leshome, ho ya kamoo di neng di tshwanetse ho ba kateng, a di bea ka Tempeleng, tse hlano ka letsohong le letona, tse hlano ka ho le letshehadi. A etsa le ditafole tse leshome, a di bea ka Tempeleng; tse hlano ka letsohong le letona, tse hlano ka ho le letshehadi. A etsa le dikotlolo tse lekgolo tsa kgauta. A etsa seotlwana sa baprista, le seotlwana se seng se seholo, le mamati a diotlwana, mme mamati ao a a maneha lethose. A bea tanka ka lehlakoreng le letona, qetheng e ka borwa bo ka botjhabela. Hurame a bopa dipitsa, a etsa le dikgarafu le dikotlolo. Jwale yaba Hurame o qetile mosebetsi wa Tempele ya Modimo, oo a neng a o etsetsa kgosi Solomone. E ne e le dintho tsena: ditshiya tse pedi, le dikotola tse pedi tse neng di le hodima ditshiya, le meqhaka a mmedi e kgabisitseng dikotola tse pedi tse hodima ditshiya, le dikgarenate tse makgolo a mane tse kgabisitseng matlowa a mabedi. Letlowa ka leng le ne le ena le mela e mmedi ya dikgarenate tse kgabisitseng dikotola tse pedi tse hodima ditshiya. A etsa didulwana le dikotlolo tse bewang hodima tsona, le tanka, le dipohwana tse leshome le metso e mmedi tse e jereng, le dipitsa, le dikgarafu, le difereko, le dintho tsohle tsa tsona. Dintho tsohle tseo Hurame a neng a di etseditse kgosi Solomone, bakeng sa Tempele ya Morena, e ne e le tsa lethose le phatsimang. Kgosi ya etsetsa dintho tsena phuleng ya Jorodane, sethulelong sa letsopa se pakeng tsa Sukote le Sereda. Solomone o ile a etsa dintho tsena di le ngata; le boima ba lethose leo di entsweng ka lona bo ne bo ke ke ba lekanngwa. Solomone a etsa dintho tsohle tsa Tempele ya Morena, le aletare ya kgauta, le ditafole tse neng di bea bohobe bo halalelang. A etsa didulwana tsa mabone le mabone a tsona ka kgauta e hlwekisitsweng, e le hore a tle a nne a tuke kapele ho Sehalalelo jwalokaha ho ne ho laetswe. Ka kgauta e hlwekisitsweng a etsa dipalesa, le mabone, le matlao. A etsa le dikere tse lokisang dikgwele tsa mabone, le dikotlolo, le dikgaba, le dipitsana tsa mokubetso, ka kgauta e hlwekisitsweng. Hodima monyako wa Tempele, le hodima mamati a Sehalalelo se halalelang ka ho fetisisa, le hodima mamati a Tempele, a maneha kgauta e hlwekisitsweng. Yaba mosebetsi wohle, oo Solomone a neng a o etsetsa Tempele ya Morena, o a phethwa. Jwale Solomone a kenya dintho tsohle tseo Davida, ntatae, a neng a di abetse Morena, ka matlung a polokelo a Tempele. E ne e le silefera, le kgauta, le dintho tsohle. Jwale Solomone a kgobokanya baholo bohle ba Iseraele, le dihlooho tsohle tsa merabe, le mahosana a malapa a bana ba Iseraele. Bohle ba tla Jerusalema ho kgosi Solomone, hore ba tlo nyolla areka ya selekane sa Morena, e tswe Motseng wa Davida, e leng Sione. Banna bohle ba Iseraele ba kgobokanela ho kgosi Solomone mohla mokete, ka kgwedi ya bosupa. Baholo bohle ba Iseraele ba tla, mme Balevi ba nka areka. Baprista le Balevi ba nyolla areka, le Tente ya Morena, le dintho tsohle tse halalelang, tse neng di le ka Tenteng. Jwale bo-kgosi Solomone le setjhaba sohle sa Iseraele, se neng se kgobokanetse ho yena, ba ema kapele ho areka, ba etsa mahlabelo ka dikgutshwane, le ka dipohwana tse ngata, hoo di neng di ke ke tsa balwa. Baprista ba tlisa areka ya selekane sa Morena ka Tempeleng, ba e bea ditulong tsa yona, ka Sehalalelong se halalelang ka ho fetisisa, tlasa mapheo a dikerubime. Dikerubime tseo di ne di thathaladitse mapheo a tsona hodima moo areka e bewang teng, a okametse areka le mefeng ya yona. Mefeng e ne e hlahisitse dintlha tsa yona, hoo dintlha tseo di neng di bonahala ha motho a le ka Sehalalelong, a tobane le Sehalalelo se halalelang ka ho fetisisa, empa di ne di sa bonahale ha motho a le kantle ho Sehalalelo, mme di sa ntsane di le moo le kajeno-ya-bokajeno. Ho ne ho se letho kahara areka, ha e se matlapa a mabedi, ao Moshe a neng a a kenye kateng ha ba le Horebe, mohla Morena a etsang selekane le bana ba Iseraele, ha ba ne ba etswa naheng ya Egepeta. Baprista ba tswa ka Sehalalelong. Bohle ba neng ba etswa kamoo ba ne ba itlhwekisitse ho sa natswe dihlopha tsa bona. Balevi bohle, bao e neng e le dibini, e leng bo-Asafo, le Hemane, le Jedutune, le bara ba bona, le bana babo bona, ba ne ba eme ka botjhabela ho aletare, ba apere diaparo tsa lene tse tshweu, ba letsa matlheretlhere, le dikatara, le diharepa. Ba ne ba tlatsitswe ke baprista ba lekgolo le mashome a mabedi, ba neng ba letsa diterompeta. Baletsi ba diterompeta, le dibini, ba amohela pina jwalokaha eka ho bina motho a le mong, ba rorisa Morena. Ba ne ba tlatsitswe ke diterompeta, le matlheretlhere le diletsa tse ding, ba rorisa Morena, ba re: “Bokang Morena hobane o molemo; mohau wa hae ke wa kamehla yohle.” Yaba leru le tlala ka Tempeleng ya Morena. Baprista ba sitwa ho ntshetsa mosebetsi wa bona pele ka baka la leru, hobane tlotla ya Morena e ne e tletse ka Tempeleng ya Modimo. Jwale Solomone a re: “Morena o itse o tla dula kahara lefifi le letholetsho. Empa ke o hahetse Tempele, e leng sebaka seo o tla dula ka ho sona kamehla yohle.” Yare setjhaba sohle sa Iseraele se sa eme moo, kgosi ya retelehela ka ho sona, ya se hlohonolofatsa. Yaba kgosi e re: “Ho bokwe Morena Modimo wa Iseraele, ya phethahaditseng seo a neng a se tshepise Davida, ntate, a re: Ho tloha mohla ke ntshang setjhaba sa ka Egepeta, ha ho motse, hara merabe ya Iseraele, oo nkileng ka o kgetha hore ke hahe Tempele eo ke tla dula ho yona ho wona, mme ha ke eso kgethe motho hore e be mmusi wa setjhaba sa ka sa Iseraele. Empa ke kgethile Jerusalema hore ke tle ke kgumamellwe teng, mme ke kgethile Davida hore a buse setjhaba sa ka sa Iseraele. “E ne e le takatso ya Davida, ntate, ho hahela Morena Modimo wa Iseraele Tempele, moo a tla kgumamellwa teng. Empa Morena a re ho Davida, ntate: Ke hantle ha o ile wa lakatsa ho nkgahela Tempele; leha ho le jwalo, hase wena ya tla nkgahela Tempele, empa mora wa hao, ya tswang lethekeng la hao, ke yena ya tla nkgahela yona. “Jwale Morena o phethahaditse polelo eo a neng a e bue, hobane ke tswetswe tlung ya Davida, ntate. Ke dutse terone ya Iseraele jwalokaha Morena a ne a tshepise, mme ke bile ke hahetse Morena Modimo wa Iseraele Tempele. Ke kentse areka ka ho yona, e leng areka eo selekane sa Morena, seo a neng a se etse le bana ba Iseraele, se leng ka ho yona.” Yaba Solomone o ema kapele ho aletare ya Morena, moo setjhaba sohle sa Iseraele se ntseng se bona, a phakalatsa matsoho. Solomone o ne a hahile sethala sa lethose. Bolelele ba sona e ne e ka ba dimethara tse pedi le halofo, bophara ba sona e ka ba dimethara tse pedi le halofo, ha bophahamo ba sona e ne e ka ba methara le halofo. O ne a se beile bohareng ba lebala. A hlwella hodima sona, a nto kgumama moo setjhaba sohle sa Iseraele se ntseng se mmona, a phahamisetsa matsoho a hae lehodimong, a re: “Oho, Morena Modimo wa Iseraele, ha ho Modimo ya kang wena lehodimong le lefatsheng; ya bolokang selekane, ya hauhelang bahlanka ba hae ba latelang melao ya hae ka dipelo tsa bona tsohle. O bolokile tshepiso eo o neng o e etsetse mohlanka wa hao Davida, ntate. O bile o ne o bue ka molomo wa hao, mme ka letsatsi lena o phethahaditse polelo eo ka matla a hao. “Jwale wena Morena Modimo wa Iseraele, ako boloke tshepiso eo o neng o e etsetse mohlanka wa hao Davida, ntate, wa re: O ke ke wa hloka mohlahlami ya tla dula teroneng ya Iseraele, ha feela bara ba hao ba ka hlokomela metsamao ya bona, ba latela melao ya ka jwalokaha o ile wa etsa. Oho, Morena Modimo wa Iseraele, polelo ya hao, eo o neng o e bolelle mohlanka wa hao Davida, e ke e phethahatswe. “Empa na, ruri, Modimo o tla hle a ahe lefatsheng le batho? Bona, haesitana le mahodimo a maholo hakanakana, a sa o lekane, ebe jwale Tempele ee, e hahilweng ke nna, yona e ka o lekana jwang? Leha ho le jwalo, oho, Morena Modimo wa ka, ako mamele thapelo le thapedi ya mohlanka wa hao, o utlwe sello le thapelo, e leng tseo mohlanka wa hao a o rapelang ka tsona kajeno. Bosiu le motsheare mahlo a hao a ke a lebele Tempele ena, e leng sebaka seo o buileng ka sona, wa re: Nna ke tla ba teng mona. Ka baka leo, ako utlwe thapelo eo mohlanka wa hao a tla e etsa a tadimile sebakeng sena. Ako mamele kopo ya mohlanka wa hao, le ya setjhaba sa hao sa Iseraele, ha se rapela se tadimile sebakeng sena. Mamela o le leahong la hao le lehodimong, mme ha o utlwa, o se tshwarele. “Ha motho a sitelwa wa habo, mme a tliswa kapele ho aletare ya hao, ka Tempeleng ena, ho thwe a hlapanye hore ha a na molato, o utlwe o le lehodimong, mme o ahlolele bahlanka ba hao; o tswe ya kgopo, o mo jarise molato wa hae, o lokolle ya se nang molato, o mo ahlolele ho ya ka ho hloka molato ha hae. “Ha setjhaba sa hao sa Iseraele se ka hlolwa ke dira, kahobane se o sitetswe, mme eba se kgutlela ho wena, se bolela hore ke wena Modimo, se o rapela, se o kopa se le ka Tempeleng ena, o se utlwe o le lehodimong, mme o se tshwarele sebe sa sona, o se kgutlisetse naheng eo o neng o e nee bo-ntata sona. “Ha letsatsi le eme, pula e sa ne, hobane setjhaba sa hao se o sitetswe, mme eba se rapela se tadimile Tempeleng ena, se bolela hore ke wena Modimo, se furalla sebe sa sona ha o se otla, o se utlwe o le lehodimong, mme o tshwarele bahlanka ba hao, e leng setjhaba sa hao sa Iseraele, sebe sa bona. Ako ba rute tsela e lokileng, eo ba tla tsamaya ka yona. Naha ya hao eo o e neileng setjhaba sa hao, hore e be lefa la sona, o e nesetse pula. “Haeba naha e ena le sekoboto, ho ena le lefu la sewa, le lebabo, le boroku, le ditsie kapa bookgolane, eba dira tsa setjhaba sena di etsetsa metse ya sona thibella, leha ho ka ba le sewa sefe le sefe, kapa malwetse afe le afe, thapelo kapa kopo efe le efe, e etswang ke motho ofe le ofe, kapa setjhaba sa hao sohle sa Iseraele, kamoo motho ka mong a ka susumetswang ke matshwenyeho a hae le ditlokotsi tsa hae kateng, eba o otlollela matsoho a hae Tempeleng ena, o utlwe o le leahong la hao le lehodimong, o ba tshwarele. Motho ka mong o mo putse ho ya ka diketso tsa hae, hobane o tseba pelo ya hae. Ke wena, mme ke wena feela, ya tsebang dipelo tsa batho. Etsa hore ba tle ba o tshabe, ba tsamaye ditseleng tsa hao ka matsatsi wohle, ha ba ntse ba phela naheng eo o neng o e nee bo-ntata rona. “Le moditjhaba, eo e seng wa setjhaba sa hao sa Iseraele, ya tswang naheng e hole ka baka la ho utlwa lebitso la hao le leholo, le kahobane a utlwile ha ho bolelwa matla a hao, mme a bona letsoho la hao le otlolohileng, a rapela a tadimile Tempeleng ena, o mo utlwe o le leahong la hao le lehodimong. Moditjhaba eo o mo etsetse tsohle tseo a di kopang ho wena, e le hore ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tle di tsebe lebitso la hao, di o tshabe, jwalokaha setjhaba sa hao sa Iseraele se o tshaba; di be di tsebe hore Tempeleng ena eo ke e hahileng, ke moo o kgumamellwang teng. “Ha setjhaba sa hao se futuhela dira tsa sona, hohle moo o ka se romelang teng, mme se rapela se tadimile motseng ona oo o o kgethileng, le Tempeleng ena eo ke o hahetseng yona, o utlwe thapelo ya sona le kopo ya sona o le lehodimong, mme o etse hore se hlole. “Haeba ba o sitelwa, hobane ha ho motho ya sa sitweng, o tla ba halefela, o neelane ka bona ho dira tsa bona, hore di ba hape, e be bathopuwa ba tsona, di ba ise naheng ya tsona e hole kapa e haufi. Empa haekare ha ba le naheng eo ba isitsweng ho yona e le bathopuwa, ba baka, mme hona naheng eo ya bathopi ba bona ba o kopa, ba re: Re sitilwe, re kgelohile, re entse bokgopo, mme ba kgutlela ho wena ka dipelo tsa bona tsohle, le ka meya ya bona yohle, ha ba ntse ba le naheng eo ya bathopi ba bona; ha ba o rapela ba tadimile naheng ena ya bona, eo o neng o e nee bo-ntata bona, le motseng ona oo o o kgethileng, le Tempeleng ena eo ke o hahetseng yona; o utlwe thapelo le kopo ya bona, o le leahong la hao le lehodimong, mme o ba sebeletse ka toka, o tshwarele setjhaba sa hao se o sitetsweng. “Modimo wa ka, mahlo a hao a ke a be ntjhotjho, le ditsebe tsa hao di be lethwethwe, o utlwe dithapelo tse etsetswang sebakeng sena. “Tloo Morena Modimo, o ye sebakeng sa hao, sa phomolo, wena le areka e bonahatsang matla a hao. Baprista ba hao, Morena Modimo, ba ke ba aparelwe ke pholoho, bahalaledi ba hao ba thabele ho loka. Oho, Morena Modimo, se furalle motlotsuwa wa hao, hopola lerato la hao ho Davida mohlanka wa hao.” Hoba Solomone a qete ho rapela, mollo wa theoha lehodimong, wa fihla wa tjhesa nyehelo ya setjheso le mahlabelo, mme tlotla ya Morena ya tlala ka Tempeleng. Baprista ba ne ba sitwa ho kena ka Tempeleng ya Morena, hobane e ne e tletse tlotla ya Morena. Ha bana ba Iseraele bohle ba bona mollo o theoha lehodimong, le tlotla ya Morena e le hodima Tempele, ba obamela fatshe ka difahleho ba le lebaleng, ba kgumamela Morena, ba mo rorisa, ba re: “Morena o molemo, mohau wa hae ke wa kamehla yohle.” Yaba kgosi, mmoho le setjhaba sohle, e nyehella Morena ka mahlabelo. Kgosi Solomone a nyehela ka dipohwana tse dikete tse mashome a mabedi a metso e mmedi, le ka dikgutshwane tse dikete tse lekgolo le mashome a mabedi. Jwale kgosi, mmoho le setjhaba, ya kgakola Tempele ya Morena. Baprista ba eba ditulong tsa bona, le Balevi ba neng ba letsa diletsa tsa Morena tsa mmino, tseo kgosi Davida a neng a di etseditse ho rorisa Morena. Balevi, ba shebane le baprista, ba letsa diterompeta, ba boka Morena, ba re: “Mohau wa hae ke wa kamehla yohle.” Baiseraele bohle bona ba ne ba eme ka maoto. Solomone a halaletsa bohare ba seotlwana se kapele ho Tempele ya Morena, mme hona moo a etsetsa dinyehelo tsa setjheso. Ka mafura a etsa dinyehelo tsa teboho, hobane aletare ya lethose, eo a neng a e entse, e ne e ke ke ya lekana ho etsetsa nyehelo ya setjheso, le nyehelo ya dijo, le nyehelo ya mafura. Ka yona nako eo Solomone a etsa mokete, a ena le Baiseraele bohle ba neng ba kgobokane ka bongata bo boholo, ho tloha Hamate, ho ya fihla molatswaneng wa Egepeta. Mokete ona wa ketekwa ka matsatsi a supileng. Ka letsatsi la borobedi ya eba mokete o moholo wa mapomelo. Ba ne ba ile ba ketekela ho kgakola aletare ka matsatsi a supileng, mme ba boela ba keteka ka matsatsi a supileng hape. Ka letsatsi la mashome a mabedi a metso e meraro la kgwedi ya bosupa, Solomone a qhala setjhaba hore se ye malapeng a sona. Setjhaba se ne se thabile, se nyakaletse, ka baka la molemo wohle oo Morena a o etseditseng Davida, le Solomone, le setjhaba sa hae sa Iseraele. Solomone a qeta ho haha Tempele ya Morena le ntlo ya kgosi. Tsohle tseo Solomone a neng a rerile ho di etsa ka Tempeleng ya Morena, le ka tlung ya hae ya bokgosi, a di phetha hantle. Jwale Morena a iponahatsa ho yena, bosiu, a re: “Ke utlwile thapelo ya hao, mme ke ikgethetse sebaka sena hore e be Tempele eo ke tla etsetswa mahlabelo ho yona. “Ha ke etsa hore letsatsi le eme, pula e se ke ya na, kapa ke laela ditsie ho kumola naha, kapa ke romela sewa hara setjhaba sa ka, haeba setjhaba sa ka, se bitswang ka nna, se ka ikokobetsa, sa rapela, sa mpatla, mme sa kgutla mekgweng ya sona e kgopo, ke tla utlwa ke le lehodimong, ke se tshwarele sebe sa sona, mme ke ntjhafatse naha ya sona. Mahlo a ka a tla ba ntjhotjho, ditsebe tsa ka di be lethwethwe ho utlwa dithapelo tse tla etsetswa sebakeng sena. Ke kgethile Tempele ena, ka e halaletsa, e le hore ke tle ke dule ka ho yona kamehla yohle. Ke tla e baballa, ke e rate kamehla yohle. “Haeba le wena o ka tsamaya ditseleng tsa ka jwalokaha Davida, ntatao, a ile a etsa, wa etsa tsohle tseo ke o laetseng tsona, mme wa boloka ditaelo tsa ka le melao ya ka, ke tla tiisa bokgosi ba hao, jwalokaha ke ne ke etse selekane le Davida, ntatao, ka re: Bokgosi ba hao bo ke ke ba hloka mohlahlami ya tla busa Iseraele. “Empa haeba lona le ka nkwenehela, la furalla ditaelo tsa ka le melao ya ka, eo ke le beetseng yona, yaba le sebeletsa medimo e meng, la e kgumamela, ke tla falatsa Baiseraele naheng ena ya ka, eo ke ba neileng yona. Tempele ena, eo ke e ikgalaleditseng yona, ke tla e furalla, mme e tla ba pale le sesomo hara ditjhaba tsohle. Tempele ena, leha e phahame hakana, bohle ba fetang pela yona ba tla e kgotsa, ba re: Ke ka baka lang Morena a entseng naha ee tjee, le Tempele ee tjee?>*** Ho tla arabelwa, ho thwe: Ke kahobane ba furaletse Morena Modimo wa bo-ntata bona, ya ileng a ntsha bo-ntata bona naheng ya Egepeta. Jwale ba kgomaretse medimo e meng, ba a e kgumamela, ba a e sebeletsa, mme ka baka lena Morena o ba tliseditse bobe bona bohle. ” Qetellong ya dilemo tse mashome a mabedi, tseo ka tsona Solomone a ileng a haha Tempele ya Morena le ntlo ya bokgosi, Solomone a tsosa metse eo Hirame a ileng a mmuseletsa yona, mme a bea bana ba Iseraele ho yona. Jwale Solomone a futuhela Hamate-Soba, a e hapa. A tsosa le Tademore e lehwatateng, le metse e meng eo ho bolokwang dijo le dihlomo ho yona, eo a neng a ile a e haha Hamate. A tsosa Bete-Horone e kahodimo, le Bete-Horone e katlase, e leng metse e haheleditsweng ka marako, e nang le dikgoro, le mekwallo. A tsosa le Baalate, le metse e meng ya hae, eo ho bolokwang, dijo le dihlomo ho yona, le metse yohle eo ho bolokwang dikariki tsa ntwa ho yona, le metse ya bahlabani ba palamang. A haha tsohle tseo a neng a rata ho di haha Jerusalema, le Lebanone, le naheng yohle eo a neng a e busa. Masalla wohle a setjhaba sa Bahete, le sa Baamore, le sa Baperise, le sa Bahife, le sa Bajebuse, ao e neng e se Baiseraele, e leng ditloholo tsa bona, tse ileng tsa sala naheng eo, tseo bana ba Iseraele ba sa kang ba di timetsa, a di fetola makgoba ho fihlela kajeno-ya-bokajeno. Empa Solomone ha a a ka a fetola bana ba Iseraele makgoba; bona e ne e le bahlabani, le baokamedi ba balaodi ba mabotho a hae, le balaodi ba dikariki tsa hae tsa ntwa, le balaodi ba bahlabani ba palamang. Bana e ne e le baokamedi ba baholo ba kgosi Solomone, ba neng ba busa setjhaba. Ba ne ba le makgolo a mabedi, le mashome a mahlano. Solomone a lata moradi wa Faro Motseng wa Davida, a mo isa tlung eo a neng a mo hahetse yona. O ne a re: “Mohatsa ka a ke ke a dula tlung ya Davida, kgosi ya Iseraele, hobane sebaka seo areka ya Morena e kileng ya eba ho sona, se a halalela.” Solomone a etsetsa Morena dinyehelo tsa setjheso hodima aletare eo a neng a e hahetse Morena kapele ho lethule. A etsa ho ya kamoo ho neng ho hlokahala kateng ka letsatsi le letsatsi, ho latela molao wa Moshe o amanang le disabatha, le mekete ya ho thwasa ha kgwedi, le mekete e meraro e halalelang, e leng mokete wa bohobe bo sa lomoswang, mokete wa dibeke, le mokete wa maphephe. Ho ya ka taelo ya Davida, ntatae, a kgethela dihlopha tsa baprista mesebetsi ya tsona, le Balevi a ba kgethela hore ba rorise Modimo, ba thuse le baprista, ho ya kamoo ho neng ho hlokahala kateng ka letsatsi le letsatsi. A kgetha le dihlopha tsa balebedi ba monyako o mong le o mong wa Tempele, hobane Davida, mohlanka wa Modimo, o ne a laetse jwalo. Ha ba a ka ba fapoha ditaelo tsa kgosi malebana le baprista le Balevi tabeng efe kapa efe, le tabeng e amanang le matlole. Solomone a etsa mosebetsi wohle wa hae, ho tloha mohla ho thewang Tempele ya Morena, ho fihlela e fela. Yaba mosebetsi wa ho haha Tempele ya Morena o a phethwa. Jwale Solomone a ya Esione-Gebere, le Elate, lebopong la lewatle le naheng ya Edomo. Hurame a mo romela dikepe tse kgannwang ke bahlanka ba hae, e leng banna ba tsebang lewatle. Banna bana ba ya Ofire ba ena le bahlanka ba Solomone, ba kgutla ba nkile kgauta e boima ba dikilo tse ka fetang dikete tse leshome le metso e mehlano, mme ba e nea Solomone. Ha mofumahadi wa Sheba a utlwa botumo ba Solomone, a tla Jerusalema ho nonya Solomone ka dipotso tse thata. O ne a ena le phiphitha ya balatedi; ho ena le dikamele tse belesitsweng dinoko, le kgauta e ngata, le mahakwe a bohlokwa. Ha a fihla ho Solomone a mmotsa dipotso tsohle tseo a neng a ena le tsona. Solomone a araba dipotso tsohle tsa hae, ha se ke ha eba letho le mo thatafallang. Ha mofumahadi wa Sheba a se a bone bohlale ba Solomone, a bone le ntlo eo a e hahileng, le dijo tseo a di jang, le moo matona a hae a dulang teng, le moo basebeletsi ba hae ba emang teng, le diaparo tsa bona, le baqhatsetsi ba hae, le diaparo tsa bona, le dinyehelo tsa setjheso ka Tempeleng ya Morena, a kgathala matla. Yaba mofumahadi wa Sheba o re: “Ruri seo ke ileng ka se utlwa ha ke le naheng ya ka, malebana le diketso tsa hao, le bohlale ba hao, ke nnete! Ke ne ke sa kgolwe, ho fihlela ke etla mona, ke ipontsha ka mahlo a ka. Ruri ba mpoleletse dinyane feela tsa boholo ba bohlale ba hao, hobane wena o feta botumo boo ke bo boleletsweng. Batho ba hao ba a ithaba; bahlanka bana ba hao, ba o sebeletsang kamehla, ba utlwang bohlale ba hao, le bona ba a ithaba. Ho bokwe Morena Modimo wa hao, ya kgahlilweng ke wena, mme a o bea teroneng, hore o buse ka lebitso la Morena Modimo wa hao. Kahobane Modimo wa hao o ratile Baiseraele, mme o ratile hore ba tsitse kamehla yohle, o o entse kgosi ya bona, hore o ba ahlolele hantle, ka toka.” Yaba o nea kgosi kgauta eo boima ba yona bo fetang dikilo tse dikete tse nne, le dinoko tse ngata, le mahakwe a bohlokwa. Ha ho a ka ha hlola ho eba le dinoko tse kang tseo mofumahadi wa Sheba a neng a di fe Solomone. Bahlanka ba Hurame le bahlanka ba Solomone ba neng ba ile ba tlisa kgauta e tswang Ofire, ba tlisa le thepa e ngata ya difate tsa alemaka le mahakwe a bohlokwa. Ka difate tsena tsa alemaka kgosi ya etsa mehato e nyolohelang ka Tempeleng ya Morena, le ka tlung ya kgosi; ya etsa le diharepa le dikatara tsa dibini. Naheng yohle ya Juda ho ne ho eso ka ho bonwa tse jwalo. Kgosi Solomone a fa mofumahadi wa Sheba tsohle tseo a neng a di lakatsa, le tsohle tseo a ileng a di kopa. A mo fa dimpho tse fetang tseo mofumahadi a ileng a mo tlisetsa tsona. Yaba mofumahadi wa Sheba o kgutlela naheng ya hae, a ena le bahlanka ba hae. Ka selemo se seng le se seng kgosi Solomone a fumana kgauta e ka etsang dikilo tse dikete tse mashome a mabedi a metso e meraro, ntle ho eo a neng a e fumana ka lekgetho le lefiswang bahwebi le barekisi. Dikgosi tsohle tsa Arabia, le babusi ba ditereke, le bona ba tlisetsa Solomone kgauta le silefera. Kgosi Solomone a etsa dithebe tse makgolo a mabedi ka kgauta e thutsweng, mme thebe e nngwe le e nngwe ya etswa ka kgauta e etsang boima ba dikilo tse supileng. A boela a etsa dithejana tse makgolo a mararo ka kgauta e thutsweng, mme thejana e nngwe le e nngwe ya etswa ka kgauta e etsang boima ba dikilo tse tharo. Yaba kgosi e di bea ka tlung e bitswang Moru wa Lebanone. Hape kgosi ya etsa terone e kgolo, e entsweng ka manaka a tlou, mme ya e maneha kgauta e hlwekisitsweng. Terone ena e ne e ena le mehato e tsheletseng, e bile e ena le sedulwana sa maoto se entsweng ka kgauta; tsena di ne di bopeletswe teroneng. Ka lehlakoreng le leng le le leng la sedulwana ho ne ho ena le letsoho la ho itshetleha, mme pela matsoho ao ho ena le ditshwantsho tsa ditau tse pedi. Ka lehlakoreng le leng le le leng la mehato ena e tsheletseng, ho ne ho ena le setshwantsho sa tau, kaofela e le ditshwantsho tsa ditau tse leshome le metso e mmedi. Ho ne ho eso be mmuso le o mong o kileng wa eba le terone e tjena. Dinwelo tsohle tsa kgosi di ne di entswe ka kgauta, le thepa yohle ya ntlo ya Moru wa Lebanone e ne e entswe ka kgauta e hlwekisitsweng. Ho ne ho se tse entsweng ka silefera, hobane mehleng ya Solomone silefera e ne e sa tadingwe e le letho. Dikepe tsa kgosi di ne di eya Tarashishe, di kgannwa ke bahlanka ba Hurame. hanngwe kamora dilemo tse tharo, sehlopha sa dikepe tsena tsa Tarashishe, se ne se ye se tle, se tlise kgauta, le silefera, le manaka a ditlou, le dikgabo, le dipikoko. Ka mokgwa ona, kgosi Solomone a feta dikgosi tsohle tsa lefatshe ka matlotlo le ka bohlale. Dikgosi tsohle tsa lefatshe tsa tla ho Solomone, ho tla utlwa bohlale ba hae, boo Modimo a mo fileng bona. Motho ka mong a mo tlisetsa dimpho tsa hae, dintho tse entsweng ka silefera, le ka kgauta, le diaparo, le dihlomo, le dinoko, le dipere, le dimmeile. Hona ho ne ho etsahala ka selemo le selemo. Solomone o ne a ena le ditala tse dikete tse nne tsa dipere le tsa dikariki tsa ntwa, le bahlabani ba palamang ba dikete tse leshome le metso e mmedi, bao a ileng a ba bea metseng ya dikariki tsa ntwa, le Jerusalema, ho kgosi. A busa dikgosi tsohle, ho tloha nokeng ya Euferatese ho ya fihla naheng ya Bafilesita le meeding ya Egepeta. Kgosi ya etsa hore motseng wa Jerusalema silefera e be ngata jwaloka majwe, le difate tsa dikedare di be ngata jwaloka difate tsa monokotshwai tse diphuleng. Ba tlisetsa Solomone dipere tse tswang Egepeta le dinaheng tsohle. Diketso tsohle tsa Solomone, ho tloha qalong ho isa qetellong, di ngotswe Bukeng ya Moporofeta Nathane, le Bukeng ya Moprofeta Ahiya ya tswang Shilo, le Bukeng ya Dipono tsa Moporofeta Ido e buang ka Jeroboame, mora wa Nebate. Solomone a busa naha yohle ya Iseraele ka dilemo tse mashome a mane, a le Jerusalema. Solomone a shwa, a epelwa Motseng wa Davida, ntatae, mme Rehoboame, mora wa hae, a mo hlahlama. Rehoboame a ya Shekeme, moo Baiseraele bohle ba neng ba ile teng, ho ya mmea hore e be kgosi. Ha Jeroboame, mora wa Nebate, ya neng a ntse a le Egepeta moo a neng a ile a balehela teng ka baka la ho tshaba kgosi Solomone, a utlwa tsena, yaba o kgutla Egepeta. Jwale Jeroboame a latwa, mme yena le Baiseraele bohle ba fihla ho Rehoboame, ba re: “Ntatao o ne a re imeditse ka mosebetsi. Ka baka lena, ako re imolle mosebetsi ona oo ntatao a ileng a re imetsa ka wona, mme re tla o sebeletsa.” Rehoboame a re ho bona: “Mpheng sebaka sa matsatsi a mararo, le nto tla ho nna hape.” Yaba setjhaba se a qhalana. Jwale kgosi Rehoboame a eletsana le bannabaholo bao e neng e le baeletsi ba Solomone, ntatae, ha a sa phela, a re ho bona: “Le nkeletsa hore ke arabe setjhaba see jwang?” Ba re ho yena: “Haeba o ka ba mosa ho setjhaba sena, mme wa se kgahlisa, wa bua le sona hantle, e tla ba bahlanka ba hao kamehla yohle.” Rehoboame a se ke a mamela keletso ya bannabaholo, a eletsana le bahlankana bao a hotseng le bona, ba neng ba mo sebeletsa. A re ho bona: “Le nkeletsa hore setjhaba see ke se arabe jwang, se itseng: Ako re imolle mosebetsi oo ntatao a ileng a re imetsa ka wona?” Bahlankana bana bao a hotseng le bona ba mo araba, ba re: “Setjhaba sena se itseng ho wena: Ntatao o ne a re imeditse ka mosebetsi; wena ako re imolle, o tle o se arabe tjena, o re: Monwana wa ka o monyenyane o motenya ho feta letheka la ntate. Ntate o ile a le imetsa ka mosebetsi; nna ke tla le imetsa le ho feta. Ntate o ne a le shapa ka diphafa; nna ke tla le shapa ka katse. ” Ka letsatsi la boraro, bo-Jeroboame le setjhaba sohle ba fihla ho Rehoboame, jwalokaha kgosi e ne e itse: “Ka letsatsi la boraro le tle le tle ho nna hape.” Kgosi Rehoboame a araba setjhaba ka ho se kgarumela; a lahla keletso eo bannabaholo ba neng ba mo eleditse ka yona. A se araba ho latela keletso ya bahlankana, a re: “Ntate o ne a le imeditse ka mosebetsi; nna ke tla le imetsa le ho feta. Ntate o ne a le shapa ka diphafa; nna ke tla le shapa ka katse.” Kgosi ya se ke ya mamela setjhaba, hobane hona ho ne ho entswe ke Modimo, e le hore polelo ya Morena e tle e phethahale, eo a neng a ile a e bolela ka molomo wa Ahiya ya tswang Shilo, a e bua ho Jeroboame, mora wa Nebate. Ha setjhaba sohle sa Iseraele se bona hore kgosi ha e se mamele, sa e araba, sa re: “Re amana ka dife le Davida? Mora wa Jese hase letho ho rona! Baiseraele, motho le motho lapeng la hae! Davida, sala le morabe wa heno!” Yaba Baiseraele ba kgutlela malapeng a bona. Empa Rehoboame a busa bana ba Iseraele ba neng ba ahile metseng ya Juda. Jwale kgosi Rehoboame a roma Hadorame, eo e neng e le mookamedi wa makgoba, hore a ye ho bana ba Iseraele, empa bona ba mo tlepetsa ka majwe, a ba a shwa. Ka baka leo, kgosi Rehoboame a palama kariki ya hae ya ntwa ka potlako, a balehela Jerusalema. Ho tloha mohlang oo, ho fihlela kajeno-ya-bokajeno, yaba Baiseraele ba fetohetse lelapa la Davida. Ha Rehoboame a fihla Jerusalema, a kgobokanya banna bohle ba morabe wa Juda le ba morabe wa Benjamine; e le mokgetho wa bahlabani ba dikete tse lekgolo le mashome a robedi. Ba ne ba ilo lwantsha Baiseraele hore ba hape mmuso, ba o kgutlisetse ho yena. Empa lentswe la Morena la fihla ho Shemaya, moporofeta wa Modimo, la re: “Bolella Rehoboame, mora wa Solomone, kgosi ya Juda, le Baiseraele bohle ba naheng ya Juda le ya Benjamine, o re: Morena o bua tjena: Le se ke la nyoloha ho ya lwantsha bana babo lona; motho ka mong a kgutlele ha hae hobane hona ho entswe ke nna. ” Yaba ba mamela lentswe la Morena, mme ba kgutla, ba se ke ba futuhela Jeroboame. Rehoboame a aha Jerusalema, mme a haheletsa metse naheng ya Juda, e leng Betlelehema, le Etame, le Tekowa, le Bete-Sure, le Soko, le Adulame, le Gade, le Maresha, le Sife, le Adoraime, le Lakishe, le Aseka, le Sora, le Aiyalone, le Heborone. Metse ena ke yona e neng e haheleditswe naheng ya Juda le naheng ya Benjamine. A haheletsa metse ena, a bea balaodi ho yona, a ba fa dijo, le ole ya mohlwaare, le veine. Motse o mong le o mong a o hlomella ka dithebe le ka marumo, a o matlafatsa haholo. Ba morabe wa Juda le wa Benjamine ba ba tlasa puso ya hae. Baprista le Balevi ba neng ba le naheng yohle ya Iseraele, ba tloha dibakeng tsohle tsa bona, ba fallela ho Rehoboame. Balevi ba siya dibaka tsa bona le maruo o bona, ba fallela naheng ya Juda le Jerusalema, hobane bo-Jeroboame le bara ba hae ba ne ba ba hanela ho etsetsa Morena ditshebeletso tsa bona tsa boprista. Jeroboame a itlhomamisetsa baprista ba dibaka tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, le ba sebeletsang medingwana ya diphooko, le ba sebeletsang manamane ao a a bopileng. Bohle ba merabe ya Iseraele, ba neng ba rata Morena Modimo wa Iseraele, ba sala Balevi bao morao, ba tla Jerusalema, ho tla etsetsa Morena Modimo wa bo-ntata bona mahlabelo. Ka dilemo tse tharo ba matlafatsa mmuso wa Juda, ba tshehetsa le Rehoboame, mora wa Solomone. Ka dilemo tseo tse tharo ba tsamaya mehlaleng ya Davida le Solomone. Rehoboame a nyala Mahalate, moradi wa Jeremote, mora wa Davida eo mmae e neng e le Abihaele, moradi wa Eleabe, mora wa Jese, mme eo a mo tswalla bana, e leng Jeushe, le Shamariya, le Sahame. A boela a nyala Maaka, moradi wa Abosalome, ya ileng a mo tswalla Abiya, le Atai, le Sisa, le Shelomite. Rehoboame o ne a rata Maaka, moradi wa Abosalome, ho feta basadi bohle ba hae, le basadi ba hae ba mafielo. O ne a nyetse basadi ba leshome le metso e robedi, le basadi ba mafielo ba mashome a tsheletseng. A tswala bara ba mashome a mabedi a metso e robedi, le baradi ba mashome a tsheletseng. Rehoboame a kgetha Abiya, mora wa Maaka, hore e be yena hlooho ya lelapa, le mmusi wa bana babo, hobane o ne a rata ho mo etsa kgosi. A sebetsa ka bohlale, bara ba hae bohle a ba ntsha motse, a ba bea diterekeng tsohle tsa naha ya Juda le ya Benjamine, motseng o mong le o mong o haheleditsweng. A ba nea dijo tse ngata, a ba a ba nyadisa le basadi ba bangata. Hoba mmuso wa Rehoboame o tsitse, mme a imatlafatse, yena le setjhaba sohle sa Iseraele ba furalla molao wa Morena. Ka selemo sa bohlano sa puso ya kgosi Rehoboame, Shishake, kgosi ya Egepeta, a futuhela Jerusalema, hobane Baiseraele ba ne ba sa ka ba tshepahala ho Morena. A futuha ka dikariki tsa ntwa tse sekete le makgolo a mabedi, le ka bahlabani ba palamang dipere ba dikete tse mashome a tsheletseng. O ne a ena le setjhaba se neng se ke ke sa balwa ke bongata, se tlileng le yena ho tswa Egepeta, e le Balebia, le Basuke, le Bakushe. A hapa metse ya Juda e haheleditsweng, mme a ya Jerusalema. Yaba moporofeta Shemaya o fihla ho Rehoboame, le ho mahosana a Juda, a neng a kgobokane Jerusalema ka baka la ho tshaba Shishake, mme a re ho bona: “Morena o bua tjena: Le mphuraletse, ka baka leo, le nna ke tla neelana ka lona matsohong a Shishake. ” Mahosana a Iseraele le kgosi ba ikokobetsa, mme a ba re: “Morena o lokile!” Eitse ha Morena a bona hore ba ikokobeditse, lentswe la Morena la fihla ho Shemaya, la re: “Erekaha ba ikokobeditse nke ke ka ba timetsa, ke tla ba namonamolela, mme nke ke ka sebedisa Shishake ka ho hlatsetsa kgalefo ya ka hodima Jerusalema, ka neelana ka yona ho Shishake. Leha ho le jwalo, e tla ba bahlanka ba Shishake, hore ba tle ba tsebe hore na ke sebeletswa jwang, le mebuso ya dinaha tse ding e sebeletswa jwang.” Yaba Shishake, kgosi ya Egepeta, o futuhela Jerusalema. A hapa matlotlo a Tempele ya Morena, le matlotlo a ntlo ya kgosi. A hapa tsohle; a hapa le dithebe tsa kgauta tse neng di entswe ke Solomone. Sebakeng sa tsona, kgosi Rehoboame a etsa dithebe tsa lethose, mme a di bea taolong ya balaodi ba balebedi ba neng ba lebela monyako wa ntlo ya kgosi. Kamehla, ha kgosi e ne e kena ka Tempeleng ya Morena, balebedi ba ne ba ye ba nke dithebe tseo, ba be ba di kgutlisetse ka tlung ya balebedi. Kahobane kgosi e ile ya ikokobetsa, Morena a kgaotsa ho e halefela, a se ke a e timetsa ho hang, etswe le naheng ya Juda ho ne ho sa na le dintho tse lokileng. Kgosi Rehoboame a imatlafatsa a le Jerusalema, mme a nna a busa. O ne a ena le dilemo tse mashome a mane a motso o mong ha a qala ho busa. A busa ka dilemo tse leshome le metso e supileng, a le Jerusalema, e leng motse oo Morena a neng a ile a o kgetha hara merabe yohle ya Iseraele, hore a kgumamellwe ho wona. Lebitso la mmae e ne e le Naama wa Moamone. A etsa bobe, hobane o ne a sa ikemisetsa ho sebeletsa Morena. Diketso tsohle tsa Rehoboame, ho tloha qalong ho isa qetellong, le tsa tlhatlhamano ya lelapa la hae, di ngotswe Bukeng ya Moporofoeta Shemaya, le Bukeng ya Moporofeta Ido. Dintwa tsa nna tsa eba teng pakeng tsa Rehoboame le Jeroboame. Rehoboame a shwa, mme a epelwa le bo-ntatae, Motseng wa Davida. Abiya, mora wa hae, a mo hlahlama. Ka selemo sa leshome le metso e robedi sa puso ya kgosi Jeroboame, Abiya a qala ho busa naha ya Juda. O ile a busa ka dilemo tse tharo, a le Jerusalema. Lebitso la mmae e ne e le Mmikiya, moradi wa Uriele, wa motse wa Gibea. Ntwa ya qhoma pakeng tsa Abiya le Jeroboame. Abiya a thea theko ya ntwa ka mokgetho wa bahale ba dikete tse makgolo a mane. Jeroboame le yena a thea theko ya ntwa ka mokgetho wa bahale ba dikete tse makgolo a robedi. Abiya a ema hodima thaba ya Semaraime, e naheng e maralla ya Efraime, a howeletsa, a re: “Wena Jeroboame, le lona Baiseraele bohle, mmameleng! Na ha le tsebe hore Morena Modimo wa Iseraele, o neile Davida puso ya Iseraele yohle, kamehla yohle? O mo neile yona le ditloholo tsa hae, ka selekane sa mehla yohle? Empa jwale Jeroboame, mora wa Nebate, mohlanka wa Solomone, mora wa Davida, o tsohetse monga hae matla, o mo fetohetse. Banna ba ditlokotsebe, ba baikaketsi, ba bokanetse Jeroboame, mme Jeroboame o fetohetse Rehoboame, mora wa Solomone, ya ntseng a tetema, ya sitwang ho itwanela. “Jwale lona le ikemiseditse ho lwantsha puso ya Morena e matsohong a ditloholo tsa Davida, hobane le le letshwelehadi, le bile le ena le manamane a kgauta, ao Jeroboame a le etseditseng wona, hore e be medimo ya lona ya bohata. Na hase lona ba lelekileng baprista ba Morena, e leng bara ba Arone, le Balevi, mme la itlhomamisetsa baprista, ho latela mekgwa ya ditjhaba tsa dinaha tse ding? E mong le e mong ya tlang a qhoba pohwana le dipheleu tse supileng, le mo etsa moprista wa medimo eo ya bohata. “Empa haele rona, Morena ke Modimo wa rona, mme ha re a mo furalla. Baprista ba sebeletsang Morena ke bara ba Arone, mme ba thuswa ke Balevi tshebeletsong ya bona. Hoseng ho hong le ho hong, le ka phirimana e nngwe le e nngwe, ba nyehella Morena ka dinyehelo tsa setjheso, le ka mokubetso o monko o monate. Ba bile ba bea bohobe bo halalelang hodima tafole e hlwekileng; ba bonesa le mabone a hodima didulwana tsa kgauta, hore a tuke ka phirimana e nngwe le e nngwe, hobane re boloka taelo ya Morena Modimo wa rona, empa lona le mo furaletse. Bonang mona! Modimo o na le rona; ke yena molaodi wa rona. Baprista ba hae ba tla re hlabela mokgosi ka diterompeta, hore re futuhe. Oho, bana ba Iseraele, se lwantsheng Morena Modimo wa bo-ntata lona, hobane ha le ka ke la atleha.” Jeroboame a romela bahlabani ba bang hore ba eo ba lalla kamorao; kahoo mabotho a hae a ne a le kapele ho mabotho a naha ya Juda, mme ba laletseng ba le kamorao ho wona. Ha bahlabani ba naha ya Juda ba hetla, ba bona hore ba futuhelwa kapele le kamorao. Ba ipiletsa ho Morena, baprista ba letsa diterompeta. Bahlabani ba naha ya Juda ba hlaba mokgosi. Yare ba sa ntsane ba hlaba mokgosi, Modimo a etsa hore Jeroboame le Baiseraele bohle ba hlolwe ke bo-Abiya le bahlabani ba Juda. Bana ba Iseraele ba baleha bahlabani ba Juda, mme Modimo a neelana ka bona matsohong a bahlabani bao ba Juda. Abiya le bahlabani ba hae ba ba etsa mofela. Ha bolawa mokgetho wa bahale ba Iseraele ba dikete tse makgolo a mahlano. Mohlang oo bahlabani ba Juda ba hlola bana ba Iseraele, kaha ba ne ba le matla, ba tshepile Morena Modimo wa bo-ntata bona. Abiya a phaladisa Jeroboame, mme a hapa motse wa Bethele le metsana ya wona, le motse wa Jeshana le metsana ya wona, le motse wa Eferone le metsana ya wona. Mehleng ya Abiya, Jeroboame ha a a ka a hlola a tsosa mohlahla, mme Morena a mo otla, a shwa. Abiya a nna a matlafala. A nyala basadi ba leshome le metso e mene, ba mo tswalla bara ba mashome a mabedi a metso e mmedi, le baradi ba leshome le metso e tsheletseng. Diketso tse ding tsa Abiya, le mekgwa ya hae, le maele a hae, di ngotswe Bukeng ya Moporofeta Ido. Abiya a shwa mme a epelwa Motseng wa Davida. Asa, mora wa hae, a mo hlahlama. Mehleng ya hae naha ya eba le kgotso ka dilemo tse leshome. Asa a etsa tse molemo le tse lokileng mahlong a Morena Modimo wa hae. A heletsa dialetare tsa medimo ya bohata, a fedisa dibaka tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, a pshatla le difika tseo ba di kgumamelang, a thua le ditshwantsho tsa Ashera. A laela setjhaba sa Juda hore se sebeletse Morena Modimo wa bo-ntata sona, le hore se boloke melao ya hae le ditaelo tsa hae. Metseng yohle ya Juda a fedisa dibaka tsohle tseo ho neng ho rapellwa medimo ya bohata ho tsona, a fedisa le dialetare tseo ho neng ho tjhesetswa mokubetso ho tsona, mme mmuso wa eba le kgotso. A haha metse naheng ya Juda, mme a e haheletsa. Naha e ne e ena le kgotso, dilemong tseo ho se na dintwa, hobane Morena o ne a mo neile boiketlo. Yaba Asa o re ho setjhaba sa Juda: “A re haheng metse ena, re e haheletse ka marako, re e etsetse ditora, le dikgoro, le mekwallo, naha ena e sa ntsane e buswa ke rona. Re sebeleditse Morena Modimo wa rona; re mo sebeleditse, mme yena o re neile kgotso kahohle.” Ba haha metse eo, mme ba atleha. Asa o ne a ena le lebotho la bahlabani ba dikete tse makgolo a mararo, ba tswang naheng ya Juda, ba neng ba hlometse ka dithebe le marumo, le ba dikete tse makgolo a robedi, ba tswang naheng ya Benjamine, ba neng ba hlometse ka dithebe le diqha. Bahlabani bana kaofela e ne e le bahale. Sera wa Mokushe a ba futuhela ka lebotho la bahlabani ba mileone, le ka dikariki tsa ntwa tse makgolo a mararo, a ba a ya fihla Maresha. Asa a tswa ho ya mo kgahlanyetsa, ditheko tsa tadimana di le ka kgohlong ya Sefata, haufi le Maresha. Yaba Asa o ipiletsa ho Morena Modimo wa hae, o re: “Morena, ke ntho e nyenyane ho wena ho thusetsa ya fokolang ho ya matla. Re thuse Morena Modimo wa rona, hobane re o tshepile. Re futuhela lebothohadi lena ka lebitso la hao. Oho, Morena, o Modimo wa rona, ho se be motho ya ka o hlolang.” Jwale Morena a etsa hore Bakushe ba hlolwe ke bo-Asa le bahlabani ba Juda. Bakushe ba baleha. Asa le bahlabani ba hae ba ba phaladisa ho ya fihla Gerare, mme Bakushe ba hlolwa hoo ba ileng ba sitwa le ho boya sekwele. Ba hlolwa ke Morena le lebotho la hae. Bahlabani ba Juda ba hapa haholo. Ba timetsa metse yohle e potapotileng Gerare, hobane Morena o ne a ile a kenya baahi ba yona letswalo. Ba hapa dintho tsohle metseng eo, etswe metse eo e ne e ena le dintho tse ngata. Ba futuhela badisana ba mehlape ya dikgomo. Ba futuhela le metebo, ba hapa dikgutshwane, le dikamele tse ngata, yaba ba kgutlela Jerusalema. Moya wa Modimo wa theohela hodima Asariya, mora wa Odede. Yaba Asariya o ya kgahlanyetsa Asa, mme o fihla a re ho yena: “Wena Asa, le bohle ba morabe wa Juda le wa Benjamine, mmameleng! Morena o na le lona haeba le lona le ena le yena. Ha le mmatla le tla mo fumana, empa haeba le mo furalla le yena o tla le furalla. E se e le nako e telele Baiseraele ba se na Modimo wa nnete, ba hloka le moprista ya ba rutang, ba hloka le molao. Empa e ile yare ha ba le tsietsing ba kgutlela ho Morena Modimo wa Iseraele, ba mmatla, mme ba mo fumana. Mehleng eo batho ba ne ba sa tsamaye ka kgotso, hobane baahi bohle ba dinaha tseo ba ne ba le hara meferefere e moholo. Ditjhaba tsa timetsana, le metse ya timetsana, hobane Modimo o ne a ba tliseditse ditsietsi tsohle. Matlafalang ke hona, le se ke la kgathala matla, hobane le tla putswa.” Ha Asa a utlwa mantswe ana, le boporofeta bona ba moporofeta Odede, a tsoha molota. Naheng yohle ya ba morabe wa Juda le wa Benjamine, le metseng yohle eo a neng a e hapile naheng ya Efraime e maralla, Asa a fedisa medimo ya bohata eo e neng e le manyala; a ntjhafatsa le aletare ya Morena e neng e le lethuleng la Tempele ya Morena. A kgobokanya bohle ba morabe wa Juda le ba morabe wa Benjamine, le bajaki ba neng ba etswa naheng ya ba morabe wa Efraime, le ya ba morabe wa Manase, le ya ba morabe wa Simeone. E ne e ile yare ha ba bona hore Morena Modimo wa hae, o na le yena, ba fallela ho yena ka bongata, ba etswa naheng ya Iseraele. Ka kgwedi ya boraro ya selemo sa leshome le metso e mehlano sa puso ya Asa, ba kgobokanela ho yena, Jerusalema. Ka yona nako eo ba nyehella Morena ka dipohwana tse makgolo a supileng le ka dikgutshwane tse dikete tse supileng, tseo ba neng ba di hapile. Ba etsa selekane sa hore ba tla sebeletsa Morena Modimo wa bo-ntata bona, ka dipelo tsohle tsa bona, le ka moya wohle wa bona. Ba dumellana hore bohle ba sa tlo sebeletsa Morena, e ka ba ba baholo kapa ba banyenyane, banna kapa basadi, ba bolawe. Ba hlapanyetsa Morena ka ditlatse tse kgolo, le ka mehoo, le ka diterompeta, le ka manaka. Bohle ba setjhaba sa Juda ba thabela kano eo, hobane ba ne ba ile ba e hlapanyetsa ka dipelo tsohle tsa bona; ba mmatla ka tjheseho e kgolo, mme ba mo fumana. Morena a ba nea kgotso kahohle. Kgosi Asa a tlosa Maaka, nkgonwae, setulong sa bofumahadi, hobane o ne a ile a etsa setshwantsho se nyonyehang sa Ashera. Asa a robaka modimo oo wa nkgonwae, a o thua, a o tjhesetsa ka molatswaneng wa Kiderone. Le hoja Asa a sa ka a fedisa dibaka tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, naheng ya Iseraele, empa o nnile a tshepahala ka pelo ya hae yohle, ka nako yohle ya ho phela ha hae. Ka Tempeleng ya Modimo a tlisa dintho tseo ntatae a neng a di abetse Morena, le tseo yena a di abetseng Morena, e leng silefera, le kgauta, le dimpho tse ding. Ntwa ya eba siyo ho fihlela ka selemo sa mashome a mararo a metso e mehlano sa puso ya Asa. Ka selemo sa mashome a mararo a metso e tsheletseng sa puso ya Asa, Basha, kgosi ya Iseraele, a futuhela naha ya Juda, mme a haheletsa motse wa Rama, hore a thibele bohle ba yang kapa ba tswang naheng ya Asa, kgosi ya Juda. Asa a nka silefera le kgauta e neng e bolokilwe ka letloleng la Tempele ya Morena, le ka letloleng la ntlo ya kgosi. Tsena a di romela ho Bene-Hadade, kgosi ya Arame, ya neng a ahile Damaseka, mme a re: “Rona le wena re na le selekane, jwalokaha bo-ntata rona ba ne ba ena le sona. Jwale ke o rometse silefera le kgauta. Tsamaya he, o yo senya selekane sa lona le Basha, kgosi ya Iseraele, hore a tle a ntlhokomolohe.” Bene-Hadade a ananela mantswe ao a kgosi Asa. A romela balaodi ba mabotho a hae ho futuhela metse ya Iseraele. Ba ripitla motse wa Ione, le wa Dane, le wa Abele-Maime, le metse yohle ya Nafthali e nang le disiu. Eitse ha Basha a utlwela taba ena, a kgaotsa ho haheletsa motse wa Rama, a tlohela mosebetsi oo. Jwale kgosi Asa a romela banna bohle ba Juda; bao ba tla, ba fihla Rama, ba nka majwe le dithupa tseo Basha a neng a haheletsa motse ka tsona, mme ka tsona a haheletsa motse wa Geba le wa Misepa. Ka yona nako eo, Hanani wa moporofeta a fihla ho Asa, kgosi ya Juda, a re ho yena: “Kahobane o ile wa tshepa kgosi ya Arame, wa se ke wa tshepa Morena Modimo wa hao, lebotho la kgosi ya Arame le o phonyohile. Na Bakushe le Balebia e ne e se lebothohadi le nang le dikariki tsa ntwa tse ngata haholo, le bahlabani ba bangata, ba palamang? Empa kahobane o ile wa tshepa Morena, o ile a neelana ka bona matsohong a hao. Morena o bona tsohle tse lefatsheng, ho matlafatsa le ho thusa ba mo tshepang ka dipelo tsohle tsa bona. Empa mona teng o sebeditse ka bothoto; ka baka leo, ho tloha jwale o tla lweba kahara ntwa.” Asa a halefela moporofeta, a ba a mo kenya tjhankaneng. O ne a mo halefetse ka baka la polelo ena, mme ka yona nako eo Asa a phedisa batho ba bang ka thata. Diketso tsohle tsa Asa, ho tloha qalong ho isa qetellong, di ngotswe Bukeng ya Dikgosi tsa Juda le tsa Iseraele. Ka selemo sa mashome a mararo a metso e robong sa puso ya hae, Asa a jewa ke lefu la maoto. Le hoja lefu lena la hae le nnile la ipha matla, ha a a ka a batla thuso ho Morena, o ile a e batla ho dingaka. Asa a shwa ka selemo sa mashome a mane a motso o mong sa puso ya hae. A epelwa lebitleng leo a ileng a iketsetsa lona, Motseng wa Davida. Ba bea setopo sa hae hodima moalo o nonoditsweng ka tse monko o monate, le ka dinoko tsa mefutafuta, tse tswakilweng ke ditsebi tsa metswako ya ditlolo. Ba besa tetema ya mollo ho mo tlotla. Jehoshafate, mora wa Asa, a hlahlama ntatae, mme a imatlafatsa, hore a se ke a futuhelwa ke Iseraele. A bea mabotho a hae metseng yohle e haheleditsweng e naheng ya Juda. A hloma diahelo tsa mabotho naheng ya Juda le metseng ya naha ya ba morabe wa Efraime, eo Asa, ntatae, a neng a ile a e hapa. Morena a ba le Jehoshafate, hobane a ne a ile a tsamaya mehlaleng ya pele ya Davida, ntatae-moholo, a se ke a sebeletsa bo-Baale, a mpa a sebeletsa Modimo wa ntatae, a boloka ditaelo tsa hae, a se ke a etsisa Baiseraele. Ka baka leo, Morena a tsitsisa mmuso wa hae. Bohle ba setjhaba sa Juda ba tlisetsa Jehoshafate dimpho, mme a rua haholo, a tlotleha. A ba motlotlo ho sebeletsa Morena. A ba a fedisa le dibaka tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, a tlosa le ditshwantsho tsa Ashera naheng ya Juda. Ka selemo sa boraro sa puso ya hae, a romela mahosana a hae, e leng Bene-Haile, le Obadiya, le Sekariya, le Netanele, le Mmikiya, ho ya ruta metseng ya Juda. A ba romela ba ena le Balevi bana: Shemaya, le Netaniya, le Sebadiya, le Asaele, le Shemiramote, le Jehonathane, le Adoniya, le Tobiya, le Tobe-Adoniya, le baprista Eleshama le Jehorame. Ba ruta hohle naheng ya Juda, ba nkile Buka ya Molao wa Morena. Ba ya metseng yohle ya Juda ba ntse ba ruta setjhaba. Morena a kenya mebuso yohle e potapotileng naha ya Juda letswalo, hoo e sa kang ya lwantsha Jehoshafate. Ba bang ba Bafilesita ba tlisetsa Jehoshafate dimpho, ba mo thella ka silefera. Maarabia a mo thella ka mehlape ya dipheleu tse dikete tse supileng le makgolo a supileng, le diphooko tse dikete tse supileng le makgolo a supileng. Jehoshafate a nna a matlafala haholo. A haha diqhobosheane le metse eo ho bolokwang dijo le dihlomo ho yona, naheng ya Juda. A ba le dibaka tse ngata tsa polokelo metseng ya Juda. Jerusalema teng o ne a ena le bahlabani ba bahale. Palo ya bahlabani bana, ho ya ka malapa abo bona, ke ena: Ho ba morabe wa Juda, Adena e ne e le mookamedi wa balaodi ba ba sekete; a okametse bahale ba dikete tse makgolo a mararo. E mong e ne e le Jehohanane, eo e neng e le molaodi wa bahale ba dikete tse makgolo a mabedi le mashome a robedi; e mong e le Amasiya, mora wa Sikeri, ya ileng a ithaopela ho sebeletsa Morena. E ne e le molaodi wa bahale ba dikete tse makgolo a mabedi. Ho ba morabe wa Benjamine e ne e le Eleada wa mohale, ya neng a laola bahlabani ba dikete tse makgolo a mabedi, ba hlomelang ka dithebe le ka diqha. E mong e ne e le Jehosabada, ya neng a laola bahlabani ba dikete tse lekgolo le mashome a robedi, ba malala-a-laotswe. Banna bana bohle ba ne ba sebeletsa kgosi, ntle ho bao kgosi e neng e ba beile metseng e haheleditsweng e neng e le naheng yohle ya Juda. Jehoshafate e ne e le morui e moholo, ya tlotlehang haholo, mme a nyallana le Akabe. Hoba ho fete dilengwana, a theohela Samaria ho Akabe. Akabe a hlabela Jehoshafate le batho ba neng ba ena le yena dinku tse ngata, le dikgomo tse ngata, a ba a mo hlohleletsa hore a futuhele Rama e Gileade. Akabe, kgosi ya Iseraele, a re ho Jehoshafate, kgosi ya Juda: “Na o tla ya le nna, re futuhele Rama e Gileade?” Jehoshafate a araba, a re ho yena: “Rona le wena re ntho e le nngwe. Setjhaba sa ka ke setjhaba sa hao. Re tla futuha le wena.” Jehoshafate a boela a re ho kgosi ya Iseraele: “Ke a o kopa: Ako botse Morena pele.” Kgosi ya kgobokanya baporofeta ba ka bang makgolo a mane, ya re ho bona: “Na re ka futuhela Rama e Gileade, kapa tjhe?” Ba re ho kgosi: “Futuha, hobane Morena o tla neelana ka Rama e Gileade matsohong a kgosi.” Empa Jehoshafate a re: “Na ekaba moo ha ho sa na moporofeta e mong wa Morena, eo re ka mmotsang?” Kgosi ya Iseraele ya araba Jehoshafate, ya re ho yena: “Ho sa na le monna e mong hape eo re ka reng a re botsetse ho Morena, empa nna ke mo hloile, hobane ha a ke be a mporofetele tse molemo, o mporofetela tse mpe. Ke Mmikiya, mora wa Jimela.” Jehoshafate a re ho kgosi: “Kgosi e se ke ya bua jwalo.” Jwale kgosi ya Iseraele ya bitsa le leng la matona, ya re ho lona: “Potlaka, o yo mpitsetsa Mmikiya, mora wa Jimela!” Kgosi ya Iseraele, le Jehoshafate, kgosi ya Juda, ba ne ba apere diaparo tsa bona tsa bokgosi, ba dutse diteroneng tsa bona, seotlong se kantle ho kgoro ya motse wa Samaria, mme baporofeta bohle ba porofeta ba le kapele ho bona. Sedekia, mora wa Kenaneya, o ne a iketseditse dinaka tsa tshepe, mme a re: “Morena o bua tjena: Ka dinaka tsena o tla sututsa Baarame ho fihlela o ba timetsa. ” Baporofeta bohle ba porofeta jwalo, ba re: “Futuhela Rama e Gileade, o tla atleha, hobane Morena o tla neelana ka yona matsohong a kgosi.” Moromuwa ya neng a ilo bitsa Mmikiya a bua ho yena, a re: “Ako bone, baporofeta bana ba ntsweleng ha ba bolella kgosi taba tse molemo. Le wena ako bue jwaloka bona, o bolele tse molemo.” Empa Mmikiya a re: “Ka Morena ya phelang, ke tla bua feela tseo Morena a mpolellang tsona!” Ha Mmikiya a fihla ho kgosi, kgosi ya re ho yena: “Mmikiya, na re ka futuhela Rama e Gileade, kapa tjhe?” Mmikiya a mo araba, a re: “E futuheleng, mme le tla atleha, hobane ho tla neelanwa ka baahi ba teng matsohong a hao.” Empa kgosi ya re ho yena: “Eka kgona ke o laele hakae hore o se mpolelle letho, haese nnete feela, ka lebitso la Morena?” Mmikiya a re: “Ke bona Baiseraele bohle ba qhalakane hodima dithaba, jwaloka dinku tse se nang modisa, mme Morena o re: Bana ha ba na monga bona: Motho ka mong a ipoelle ha hae ka kgotso! ” Yaba kgosi ya Iseraele e re ho Jehoshafate: “Na ha ke a ka ka o bolella hore a ke ke a mporofetela tse molemo, ha e se tse mpe feela?” Mmikiya a tswela pele, a re: “Ka baka leo he, utlwa lentswe la Morena: Ke bone Morena a dutse teroneng ya hae, mme mabotho wohle a lehodimo a eme pela hae ka letsohong la hae le letona, le ka letsohong la hae le letshehadi. Morena a re: Ke mang ya tla qhekanyetsa Akabe hore a futuhe, a tle a yo bolaelwa Rama e Gileade? “E mong a bua tjena, e mong a bua tjena. Jwale moya o mong wa tswa hara lebotho la Morena, wa bua, wa re: Ke nna ya tla mo qhekanyetsa! “Morena a re ho wona: Jwang?>*** “Wa araba, wa re: Ke tla ya, ke etse hore baporofeta bohle ba hae ba bue leshano. “Morena a re: O tla mo qhekanyetsa, o be o atlehe. Tsamaya, o yo etsa jwalo! “Ka baka leo he, ako bone kamoo Morena a entseng hore baporofeta bana ba hao bohle ba bue leshano! Empa Morena yena o se a boletse koduwa e tla o wela hodimo.” Jwale Sedekiya, mora wa Kenaneya, a atamela ho Mmikiya, a mo wahlela lerameng mona, a re: “Moya wa Morena o ile wa tswa jwang ka ho nna, ho ya bua le wena?” Mmikiya a re: “Mohla o kenang ka kamoreng e kaharehare ho ya ipata teng, ke mohla o tla tseba.” Kgosi ya Iseraele ya re: “Tshwarang Mmikiya, le mo kgutlisetse ho Amona, mmusi wa motse ona, le ho kgosana Jowashe, mora wa kgosi, le re: Kgosi e bua tjena: Hlahlelang monna enwa tjhankaneng, le mo sotle ka ho mo phedisa ka bohobenyana le ka metsinyana feela, ho fihlela ke kgutla ka kgotso. ” Mmikiya a re: “Haeba o ka kgutla ka kgotso, e tla ba hase Morena ya buileng ka molomo wa ka.” Yaba o re: “Ebe le utlwile, lona bohle!” Kgosi ya Iseraele, le Jehoshafate, kgosi ya Juda, ba nyoloha, ba futuhela Rama e Gileade. Kgosi ya Iseraele ya re ho Jehoshafate: “Ke tla ikgakanya, ke itahlele ntweng, empa wena o apare diaparo tsa hao tsa bokgosi.” Kgosi ya Iseraele ya ya ntweng e ikgakantse. Kgosi ya Arame ya laela balaodi ba yona ba dikariki tsa ntwa, ba neng ba ena le yona, ya re: “Le se ke la lwantsha motho ofe kapa ofe, haese kgosi ya Iseraele feela.” Ha balaodi ba dikariki tsa ntwa ba bona Jehoshafate, ba re: “Enwa ke yena kgosi ya Iseraele!” Ba mo etsetsa sakana-la-nkope, ba mo lwantsha. Jehoshafate a hlaba mokgosi, mme Morena a mo thusa, a etsa hore ba kgaotse ho mo lwantsha. Ha balaodi ba dikariki ba hlokomela hore hase yena kgosi ya Iseraele, ba kgaotsa ho mo phaladisa. Mohlabani e mong a betsa motsu feela, a sa o lebisa ho motho, mme a hlaba kgosi ya Iseraele moo seaparo sa yona sa ntwa se kopanang teng. Yaba kgosi e re ho moqhobi wa kariki ya ntwa: “Sokolla kariki ya hao, o nntshe hara lebotho, hobane ke tswile kotsi.” Mohlang oo ntwa ya nna ya eketsa ho befa. Kgosi ya Iseraele ya itshetleha ka kariking ya yona ya ntwa, e ntse e tadimile ka ho Baarame, ho fihlela mantsiboya, mme ka phirimana ya eshwa. Jehoshafate, kgosi ya Juda, a kgutlela tlung ya hae Jerusalema, ka kgotso. Jehu, mora wa Hanani wa moporofeta, a ya mo kgahlanyetsa, mme a re ho kgosi Jehoshafate: “Na ke hantle ho thusa batho ba kgopo, le ho rata ba hloileng Morena? Ka baka leo, Morena o o halefetse. Leha ho le jwalo, o entse ho hong ho lokileng: O tlositse ditshwantsho tsa Ashera naheng ena, mme o itokiseditse ho sebeletsa Modimo.” Jehoshafate o ne a ahile Jerusalema, empa o ne a ye a tsamaye hara setjhaba, ho tloha Beeresheba ho ya fihla naheng e maralla ya Efraime, a ntse a bolella setjhaba hore se kgutlele ho Morena Modimo wa bo-ntata sona. Naheng yohle ya Juda a bea moahlodi motseng o mong le o mong o haheleditsweng. A re ho baahlodi bana: “Hlokomelang seo le se etsang, hobane ha le ahlolele motho, empa le ahlolela Morena, ya leng teng ha le ahlola. Ka baka leo, tshabang Morena. Elang hloko, mme le sebetse jwalo. Modimo wa rona ha a sothe toka, ha a ye ka tshobotsi, ha a batle tjotjo.” Le motseng wa Jerusalema Jehoshafate a kgetha baahlodi hara Balevi, le hara baprista, le hara dihlooho tsa malapa a Iseraele, hore ba ahlolele Morena, mme ba fedise diqabang. Ba ne ba ahile Jerusalema. A ba laela, a re: “Le tshabe Morena, le mo sebeletse ka botshepehi, le ka dipelo tse se nang mano. Ra ditaba di ka ba teng pakeng tsa bana babo lona ba phelang metseng, ebang ke tsa tshollo ya madi, kapa tse amanang le molao, kapa ditaelo, kapa ditemoso, kapa melawana, le ba hlokomedise hore ba se ke ba sitelwa Morena, mme lona, le bana babo lona, Morena a ke ke a le halefela. Etsang jwalo, mme le ke ke la ba le molato. “Moprista e Moholo Amariya, ke yena ya tla le okamela ditabeng tsohle tsa Morena. Sebadiya, mora wa Ishemaele, mmusi wa setjhaba sa Juda, o tla le okamela ditabeng tsohle tsa kgosi, mme Balevi e tla ba basebeletsi ba lona. Sebetsang ka sebete, mme Morena a ke a thuse ba lokileng.” Kamora tsena, Bamoabe, le Baamone, le Bameune ba bang, ba futuhela Jehoshafate. Batho ba bang ba fihla, ba bolella Jehoshafate, ba re: “Lebotho le leholohadi, le tswang Edomo, ka nqane ho lewatle, le a tla, le tlilo o futuhela. Le se le le Hasesone-Tamare, e leng Ene-Gedi.” Jehoshafate a tshoha, mme a ipiletsa ho Morena. A phatlalatsa hore naheng yohle ya Juda ho itingwe dijo. Setjhaba sa Juda sa kgobokana ho tla ipiletsa ho Morena. Se ne se etswa metseng yohle ya Juda, ho tla ipiletsa ho Morena. Jehoshafate a ema kahara setjhaba sa Juda le sa Jerusalema, a le Tempeleng ya Morena, kapele ho seotlwana se setjha. A re: “Oho, Morena Modimo wa bo-ntata rona, na hase wena Modimo ya lehodimong? Na hase wena ya busang mebuso yohle ya baditjhaba? Letsoho la hao le matla hoo ho seng ya ka emang kapele ho wena. Na hase wena Modimo wa rona, ya ileng a leleka baahi ba naha ee kapele ho setjhaba sa hao sa Iseraele, wa ba wa e nea ditloholo tsa Aborahama, motswalle wa hao, kamehla yohle? Setjhaba sa hao se ile sa aha naheng ena, sa o hahela sehalalelo ho yona, hore o tle o kgumamellwe teng, mme sa ba sa re: Haeba bobe bo ka re wela hodimo, eba re ka bolawa ka sabole, kapa ra ahlolwa, kapa ra welwa ke lefu la sewa, kapa sekoboto, re tla ema kapele ho Tempele ena, le kapele ho wena, hobane ke moo o kgumamellwang teng. Tsietsing ya rona re tla ipiletsa ho wena, mme o tla re utlwa, o re pholose. “Ha bana ba Iseraele ba ne ba etswa Egepeta, o ne o ba laele hore ba se ke ba futuhela Baamone, le Bamoabe, le ditjhaba tse tswang thabeng ya Seire, mme ba fela ba ba kwekwetla, ba se ke ba ba timetsa. Empa jwale ako bone: Ba re putsa ka ho tla re leleka naheng ena ya hao, eo o neng o re nee yona hore e be lefa la rona. Oho, Modimo wa rona, ako ba ahlole! Re hloka matla a ho lwantsha lebothohadi lena le re futuhetseng. Ha re tsebe le seo re ka se etsang, empa rona re tshepile wena.” Setjhaba sohle sa Juda se ne se eme kapele ho Morena, se ena le masea a sona, le basadi ba sona, le bana ba sona. Jwale Moya wa Morena wa theohela hodima Jahaseele, mora wa Sekariya, setloholo sa Benaya, setloholwana sa Jeiele, setlohotloholwana sa Mataneya, eo e neng e le Molevi wa leloko la Asafo. Wa theohela hodima hae a ntse a le kahara setjhaba. Yaba Jahaseele o re: “Lona bohle ba setjhaba sa Juda, le lona baahi ba Jerusalema, le wena kgosi Jehoshafate, mamelang! Morena o bua tjena ho lona: Le se ke la tshaba, leha e le ho nyahama dipelo, ka baka la letshwelehadi lena, hobane ntwa ena hase ya lona, empa ke ya Modimo. Hosasane le ba futuhele. Ba tla tla ka tsela e nyolohang ka moepeng wa Sisa, mme le tla ba fumana moo kgohlo e fellang teng, kapele ho lehwatata la Jeruele. Ha ho na ho hlokahala hore le lwane; le ikemele feela, le tle le bone ha Morena a pholosa setjhaba sa Juda, le baahi ba Jerusalema. Le se ke la tshaba, kapa la tshoha; hosasane le ba futuhele, hobane Morena o tla ba le lona. ” Jwale Jehoshafate a obamela fatshe ka sefahleho. Baahi bohle ba naha ya Juda le baahi bohle ba Jerusalema, ba itihela fatshe kapele ho Morena, ba mo kgumamela. Balevi ba morabe wa Kohate, le Balevi ba morabe wa Kora, ba ema, ba rorisa Morena Modimo, ka mantswe a phahameng. Ba tsoha e sa le ka madungwadungwana, ba ya lehwatateng la Tekowa. Ha ba ntse ba tsamaya, Jehoshafate a ema, a re: “Lona baahi ba Juda, le lona baahi ba Jerusalema, mmameleng! Tshepang Morena Modimo wa lona, mme le ke ke la sisinyeha. Tshepang baporofeta ba hae, mme le tla atleha.” Hoba Jehoshafate a rerisane le setjhaba, a kgethela Morena dibini tse neng di tla rorisa Morena di kgabile ka tse halalelang, ha di ntse di eteletsa lebotho pele. Di ne di bina, di re: “Rorisang Morena, hobane mohau wa hae ke wa kamehla yohle.” Eitse ha dibini di qala ho bina, Morena a etsa hore Baamone, le Bamoabe, le ba tswang thabeng ya Seire, ba neng ba futuhetse naha ya Juda, ba lallwe, mme ba hlolwe. Baamone, le Bamoabe, ba fetohela baahi ba tswang thabeng ya Seire, ba ba bolaya, ba ba timetsa ho hang. Hoba ba timetse baahi ba Seire, Baamone le Bamoabe ba bolayana ka bobona. Eitse ha ba lebotho la setjhaba sa Juda ba fihla toreng e lehwatateng, mme ba tadima, ba bona letshwelehadi e se e le ditopo tse rapaletseng fatshe, ho se le ya mong ya phonyohileng. Ha Jehoshafate le setjhaba sa hae ba ilo hapa, ba fumana maruo a mangata, le diaparo, le dintho tsa bohlokwa. Yaba ba inkela matlotlo ao, mme a eba mangata hoo ba bileng ba sitwa ho a nka kaofela. Kgapo e ne e le ngata hoo ba ileng ba nka matsatsi a mararo ba ntse ba e bokella. Ka letsatsi la bone ba kgobokana ka kgohlong ya Beraka, ba rorisa Morena. Ka baka leo, sebaka seo sa rewa lebitso la Kgohlo ya Beraka, mme ho fihlela le kajeno-ya-bokajeno se ntse se bitswa jwalo. Jwale bohle ba setjhaba sa Juda, le baahi ba Jerusalema, ba kgutlela Jerusalema ka thabo, ba eteletswe pele ke Jehoshafate. Ba ne ba thabile, hobane Morena a ne a ile a etsa hore ba hlole dira tsa bona. Ba kena motseng wa Jerusalema, ka Tempeleng ya Morena, ba ntse ba letsa dikatara, le diharepa, le diterompeta. Mebuso yohle ya dinaha tseo ya tshaba Modimo, ha e utlwa hore Morena o hlotse dira tsa Iseraele. Mmuso wa Jehoshafate wa eba le kgotso, hobane Modimo wa hae a ne a mo neile boiketlo kahohle. Jehoshafate a busa ba naha ya Juda. Ha a qala ho busa o ne a ena le dilemo tse mashome a mararo a metso e mehlano. A busa ka dilemo tse mashome a mabedi a metso e mehlano, a le Jerusalema. Lebitso la mmae e ne e le Asuba, moradi wa Shilehi. Jehoshafate a tsamaya mehlaleng ya ntatae Asa, a se ke a kgeloha, a mpa a kgahlisa Morena. Leha ho le jwalo, dibaka tsa borapedi tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, ha di a ka tsa fediswa, hobane setjhaba se ne se eso ka se ikemisetsa ho sebeletsa Modimo wa bo-ntata sona. Diketso tse ding tsa Jehoshafate, ho tloha qalong ho isa qetellong, di ngotswe Bukeng ya Jehu, mora wa Hanani, eo ditaba tsa hae di ngotsweng Bukeng ya Dikgosi tsa Iseraele. Kamora tsena, Jehoshafate, kgosi ya Juda, a etsa selekane le Akasiya, kgosi ya Iseraele, ya neng a le kgopokgopo. Jehoshafate a etsa tumellano le Akasiya hore ba hahe dikepe tse tla ya Tarashishe. Dikepe tseo tsa hahelwa motseng wa Esione-Gebere. Jwale Eleesere, mora wa Dodawa, ya tswang Maresha, a porofetela Jehoshafate bobe bo tla mo hlahela, a re: “Kahobane o entse selekane le Akasiya, Morena o sentse mosebetsi wa hao.” Kahoo dikepe tsa hae tsa pshatleha, tsa sitwa ho ya Tarashishe. Jehoshafate a shwa, mme a epelwa ho bo-ntatae, Motseng wa Davida. Jehorame, mora wa hae, a mo hlahlama. Bana babo Jehorame, e leng bara ba Jehoshafate, e ne e le Asariya, le Jeiele, le Sekariya, le Asariyahu, le Mikaele, le Shefatiya. Bana kaofela e ne e le bara ba Jehoshafate, kgosi ya Iseraele. Ntata bona a ba fa dimpho tse ngata tsa silefera, le tsa kgauta, le tse ding tsa bohlokwa; a ba fa le metse e haheleditsweng e naheng ya Juda, empa mmuso wona a o nea Jehorame, hobane e ne e le yena letsibolo la hae. Ha Jehorame a se a entswe kgosi, ho hlahlama ntatae, a imatlafatsa, a bolaya bana babo kaofela ka sabole, le mahosana a mang a Iseraele. Jehorame o ne a ena le dilemo tse mashome a mararo a metso e mmedi ha a qala ho busa, mme a busa ka dilemo tse robedi a le Jerusalema. A tsamaya mehlaleng ya dikgosi tsa Iseraele, jwalokaha ba lelapa la Akabe ba ne ba ile ba etsa, hobane o ne a nyetse moradi wa Akabe. A etsa bobe mahlong a Morena. Leha ho le jwalo, Morena a se ke a timetsa ba lelapa la Davida, hobane o ne a ile a etsa selekane le yena, a mo tshepisa hore yena le ditloholo tsa hae ba tla busa kamehla. Ka nako eo Jehorame a neng a busa ka yona, Baedomo ba mo fetohela, ba itokolla pusong ya Juda, ba ikgethela kgosi. Yaba bo-Jehorame le mahosana ba ba futuhela ka dikariki tsa hae tsa ntwa. A tsoha hara bosiu, a ena le balaodi ba dikariki tsa ntwa, a phunyeletsa theko ya Baedomo. Haesale Baedomo ba itokolla pusong ya setjhaba sa Juda, ho fihlela kajeno-ya-bokajeno. Ka yona nako eo, motse wa Lebena le wona wa fetohela Juda, hobane Jehorame a ne a ile a furalla Morena Modimo wa bo-ntatae. Jehorame a haha dibaka tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona dithabeng tsa Juda, a ba a etsa hore baahi ba Jerusalema ba sebeletse medimo ya bohata, a kgelosa setjhaba sa Juda. Jwale Jehorame a amohela lengolo le tswang ho moporofeta Elia, le reng: “Morena Modimo wa Davida, ntataomoholo, o bua tjena: Ha o a ka wa tsamaya mehlaleng ya Jehoshafate, ntatao, le mehlaleng ya Asa, kgosi ya Juda. O tsamaile mehlaleng ya dikgosi tsa Iseraele, mme o entse hore setjhaba sa Juda le baahi ba Jerusalema ba sebeletse medimo ya bohata, jwaloka ba lelapa la Akabe. O bile o bolaile bana beno, ba lelapa la ntatao, ba neng ba lokile ho o feta. Ka baka leo, Morena o tla otla setjhaba sa hao, le bana ba hao, le basadi ba hao, le dintho tsohle tsa hao ka lefu la sewa se seholo. Wena o tla tshwarwa ke lefu le bohloko la letshollo, ho fihlela mala a hao a horometseha, ka baka la ho tsholla ka letsatsi le leng le le leng. ” Hape Morena a etsa hore Bafilesita, le Maarabia a neng a ahelane le Bakushe, ba hloye Jehorame. Ba futuhela naha ya Juda, ba e hlola. Ba hapa thepa yohle e neng e le ka tlung ya kgosi, ba thopa le bara ba kgosi, le basadi ba yona, hoo Jehorame a sa kang a sallwa ke mora leha a le mong, ha e se Jehowakase, mora wa hae wa lethopo. Kamora tsena, Morena a etsa hore Jehorame a jewe ke mala a sa phekoleheng. Ha nako e ntse e eya, kamora lemo tse pedi, mala a hae a horometseha, mme a shwa habohloko. Setjhaba sa hae sa se ke sa mmesetsa mollo wa bofifi, jwalokaha se ne se etsetse bo-ntatae. Jehorame o ne a ena le dilemo tse mashome a mararo a metso e mmedi ha a qala ho busa. A busa ka dilemo tse robedi a le Jerusalema. A shwa setjhaba se se se sa mo rate. Leha ho le jwalo, sa mo epela Motseng wa Davida, empa e seng mabitleng a dikgosi. Baahi ba Jerusalema ba bea Akasiya, mora wa Jehorame wa lethopo, hore e be kgosi, a hlahlame ntatae. Lebothwana le hlaselang, le neng le tlile le Maarabia, le ne le ile la bolaya bara bohle ba baholo ba Jehorame. Akasiya, mora wa Jehorame, kgosi ya Juda, a busa. Akasiya o ne a ena le dilemo tse mashome a mabedi a metso e mmedi, ha a qala ho busa, mme a busa ka selemo se le seng feela, a le Jerusalema. Lebitso la mmae e ne e le Ataleya, setloholo sa Omeri. Le yena a tsamaya mehlaleng ya lelapa la Akabe, hobane mmae o ne a mo kgothaletsa ho etsa bokgopo. A etsa bobe mahlong a Morena, jwalokaha ba lelapa la Akabe ba ne ba ile ba etsa, hobane kamora lefu la ntatae, ba lelapa la Akabe ba ile ba mo kgothaletsa ho etsa bobe bo ileng ba mo isa timelong. A latela dikeletso tsa bona. Bo-kgosi Akasiya, le kgosi Jorame, mora wa Akabe, kgosi ya Iseraele, ba ya lwantsha Hasaele, kgosi ya Arame, a le Rama e Gileade, mme Baarame ba ntsha Jorame kotsi. Kgosi Jorame a kgutlela Jesereele, ho ya okwa maqeba ao a a ntshitsweng ha a le Rama, ha a ne a lwantsha Hasaele, kgosi ya Arame. Jwale Akasiya, mora wa Jehorame, kgosi ya Juda, a theohela Jesereele ho ya hlwela Jorame, mora wa Akabe, hobane o ne a kula. Ke ka thato ya Modimo hore leeto lena la Akasiya, la ho tjhakela Jorame, e be sesosa sa ho wa ha Akasiya. Yare a sa le moo, ba tsamaya le Jorame ho ya bona Jehu, mora wa Nimeshi, eo Morena a neng a mo tlotseditse ho timetsa lelapa la Akabe. Ha Jehu a ntse a phethahatsa kahlolo ho ba lelapa la Akabe, a fumana mahosana a setjhaba sa Juda, le bara ba bana babo Akasiya, ba neng ba sebeletsa Akasiya, mme a ba bolaya. Jwale ba tsoma Akasiya ya neng a ipatile Samaria. Ba mo tshwara, ba mo isa ho Jehu. Hoba ba mmolaye, ba mo epela, hobane ba ne ba re: “Ke mora wa Jehoshafate ya neng a sebeletsa Morena ka pelo ya hae yohle.” Ka baka leo, ha se ke ha hlola ho eba le ya mong wa lelapa la Akasiya ya neng a ka busa. Ha Ataleya, mma Akasiya, a bona hore mora wa hae o shwele, a tsamaya, a ya bolaya bana bohle ba lelapa la kgosi ya setjhaba sa Juda. Empa Jehosabada, moradi wa kgosi Jehorame, a nka Jowashe, mora wa Akasiya, a mo ntsha hara bara ba kgosi ba neng ba lokela ho bolawa. A mo pata hammoho le mohodisi wa hae kamoo ho bolokwang diphate kateng. Kahoo Jehosabada, moradi wa kgosi Jehorame, kgaitsedi ya Akasiya, mohatsa moprista Jehoyada, a mo patela Ataleya, mme Ataleya a se ke a mmolaya. Ka dilemo tse tsheletseng, ha Ataleya a ntse a busa naha eo, Jehosabada a pata Jowashe ka Tempeleng ya Modimo. Ka selemo sa bosupa Jehoyada a imatlafatsa. A etsa tumellano le balaodi ba bahlabani ba lekgolo, e leng Asariya, mora wa Jehorame, le Ishemaele, mora wa Jehohanane, le Asariya, mora wa Obede; le Maasiya, mora wa Adaya, le Eleshafade, mora wa Sikeri. Ba potoloha le naha ya Juda, ba phutha Balevi ba tswang metseng yohle ya Juda, le dihlooho tsa malapa a Iseraele, ba nto kgutlela Jerusalema. Setjhaba sohle sa etsa tumellano le kgosi ka Tempeleng ya Modimo. Jehoyada a re ho setjhaba: “Mora wa kgosi o tla busa jwalokaha Morena a ile a tshepisa ditloholo tsa Davida. Seo le tla se etsa ke sena: Sehlopha sa pele, sa dihlopha tse tharo, se kenang mosebetsing ka Sabatha, e leng sa baprista le Balevi, se tla lebela menyako. Sehlopha sa bobedi se tla lebela ntlo ya kgosi, sa boraro sona se lebele kgoro e bitswang Kgoro ya Motheo. Setjhaba sohle se tla ba ka lebaleng la Tempele ya Morena. Ho se be ya kenang ka Tempeleng ya Morena, haese baprista feela, le Balevi ba sebeletsang. Ke bona feela ba tla kena, hobane ba a halalela. Empa setjhaba sohle sona se tla ela hloko ditaelo tsa Morena. Balevi bohle ba tla teela kgosi hare, motho le motho a tshwere dihlomo tsa hae. Mang kapa mang ya tla kena ka Tempeleng a bolawe. Le be le kgosi hohle moo e yang teng.” Balevi, le setjhaba sohle sa Juda, ba phetha kahohle kamoo moprista Jehoyada a neng a ba laetse kateng. Molaodi ka mong a tla le balebedi ba hae ba kenang mosebetsing ka Sabatha; a ba kopanya le ba neng ba tshwanela ho phomola ka Sabatha, ka ha moprista Jehoyada a ne a sa ba lokolla mosebetsing ka Sabatha. Moprista Jehoyada a nea balaodi ba bahlabani ba lekgolo marumo a kgosi Davida, le dithebe tsa hae, le dithejana tsa hae, tse neng di le ka Tempeleng ya Modimo. A hlophisa setjhaba sohle, monna ka mong a tshwere dihlomo tsa hae. Theko ya bona ya tloha ntlheng e ka letsohong le letona la Tempele, ho isa ntlheng e ka letsohong le letshehadi, ho potapota Tempele, le aletare, ba teetse kgosi hare. Jwale Jehoyada a hlahisa mora wa kgosi, ba mo rwesa mofapahlooho, ba mo nea le Buka ya Molao, mme ba mo etsa kgosi. Jehoyada le bara ba hae ba mo tlotsa, mme ba re: “Kgosi e ke e re phelele!” Ha Ataleya a utlwa ditlatse tsa setjhaba, ha se ntse se matha, mme se phafa kgosi, a tla ho sona ka Tempeleng ya Morena. A tadima, mme a bona kgosi e eme pela tshiya a pela monyako, mahosana le baletsi ba diterompeta ba le pela kgosi. Setjhaba sohle sa nyakalla, sa letsa diterompeta, le dibini, ka diletsa tsa tsona tsa etella mmino pele. Ataleya a hahola diaparo tsa hae, a re: “Bohlabaphiyo! Bohlabaphiyo!” Moprista Jehoyada a laela balaodi ba bahlabani ba lekgolo, e leng baokamedi ba mabotho, a re ho bona: “Mo ntsheng kahara mokgopi! Motho ya tla mo sala morao a bolawe ka sabole!” Moprista Jehoyada o ne a ile a re: “Ha a tshwanele ho bolaelwa ka Tempeleng ya Morena.” Ba mo tshwara, mme ya re ha a fihla Monyakong wa Dipere, pela ntlo ya kgosi, ba mmolaya. Jwale Jehoyada a etsa selekane pakeng tsa hae le setjhaba, le kgosi, hore e be setjhaba sa Morena. Setjhaba sohle sa kena ka tempeleng ya Baale, sa e heletsa, sa thuakanya dialetare le ditshwantsho tsa Baale, sa bolaela Matane, moprista wa Baale, kapele ho dialetare tseo. Jehoyada a bea baprista, e leng Balevi, hore ba hlokomele Tempele ya Morena. Ke bao Davida a neng a ba abetse hore ba sebeletse ka Tempeleng ya Morena, ba etsetse Morena dinyehelo tsa setjheso, jwalokaha ho ngotswe Bukeng ya Molao wa Moshe. Ba etsa hona ba nyakaletse, ba bina jwalokaha Davida a ile a ba laela. A bea balebedi menyakong ya Tempele ya Morena, e le hore mang kapa mang ya sesila a se ke a kena ka ho yona. Jehoyada, a ena le balaodi ba bahlabani ba lekgolo, le mahosana, le babusi ba setjhaba, le setjhaba sohle, ba ntsha kgosi ka Tempeleng ya Morena. Ba kena ka tlung ya kgosi ka Monyako o Kahodimo, mme ba e bea hodima terone ya puso. Setjhaba sohle sa naha eo sa nyakalla, motse wa eba le kgotso, kamora hoba Ataleya a bolawe ka sabole. Jowashe o ne a ena le dilemo tse supileng ha a qala ho busa. A busa ka dilemo tse mashome a mane, a le Jerusalema. Lebitso la mmae e ne e le Sebiya, eo ha habo e neng e le Beeresheba. Jowashe a kgahlisa Morena ka nako yohle ya ho phela ha moprista Jehoyada. Jehoyada a mo nyadisa basadi ba babedi, mme a tswala bara le baradi. Kamora nako e itseng, Jowashe a rera ho lokisa Tempele ya Morena. A bitsa baprista le Balevi, a re ho bona: “Tsamayang, le ye metseng ya Juda, mme le ntshise Baiseraele bohle tjhelete ya lekgetho ya selemo se seng le se seng, e tla lokisa Tempele ya Morena, mme taba ena le e potlakise.” Leha ho le jwalo, Balevi ba se ke ba e potlakisa. Yaba kgosi e bitsa Moprista e Moholo, Jehoyada, mme ya re ho yena: “Ke ka baka lang o sa kang wa qhoqha Balevi hore ba tlise tjhelete ya lekgetho eo Moshe, mohlanka wa Morena, mmoho le setjhaba sa Iseraele, a ileng a laela hore setjhaba sa Juda le baahi ba Jerusalema ba e ntshetse Tente ya Morena?” Bara ba Ataleya, mosadi yane ya kgopo, ba ne ba ile ba thua Tempele ya Modimo, le dimpho tsohle tse halalelang tsa Tempele ya Morena, ba di abela tshebeletso ya bo-Baale. Ka taelo ya kgosi ba etsa letlole, mme ba le bea monyako wa Tempele ya Morena. Ba phatlalatsa hara naha yohle ya Juda le Jerusalema, hore ho tlisetswe Morena tjhelete ya lekgetho, eo Moshe, mohlanka wa Modimo, a ileng a re Baiseraele ba tle ba e ntshe, ha a ne a le lehwatateng. Mahosana wohle le setjhaba sohle sa nyakalla, mme sa tlisa dimpho tsa sona ka letloleng, ho fihlela le tlala. Ha Balevi ba ne ba tlisa letlole lena ka tlung ya kgosi, mme ba fumana le ena le tjhelete e ngata, mongodi wa kgosi, le mohlanka wa Moprista e Moholo, ba ne ba ye ba ntshe tjhelete ka letloleng, mme ba le busetse hape sebakeng sa lona. Ka letsatsi le leng le le leng ba ne ba etsa jwalo, mme ba bokella tjhelete e ngata. Bo-kgosi le Jehoyada ba ne ba ye ba e nee ba lokisang Tempele ya Morena, bao ba hire dibetli tsa majwe, le dibetli tsa mapolanka, ho lokisa Tempele ya Morena; ba hire le ba sebetsang ka tshepe, le ka lethose, ho thiba dikgeo tse Tempeleng ya Morena. Basebetsi ba sebetsa ka thata, ba phetha mosebetsi, mme ba kgutlisetsa Tempele ya Morena sebopehong sa yona, ba e matlafatsa. Ha ba se ba e qetile, ba tlisa tjhelete e setseng ho kgosi le ho Jehoyada, mme ka yona ha etswa thepa ya Tempele ya Morena, le dintho tse sebeletsang, le tsa ho etsa dinyehelo, le dikgaba, le dintho tse entsweng ka kgauta, le ka silefera. Ka matsatsi wohle a ho phela ha Jehoyada, ba nna ba etsetsa Morena dinyehelo tsa setjheso ka Tempeleng ya Morena. Ha Jehoyada a se a tsofetse, e se e le mobu, a hlokahala a ena le dilemo tse lekgolo le mashome a mararo. A epelwa Motseng wa Davida, le dikgosi tse ding, hobane o ne a sebeleditse Iseraele, le Modimo, le Tempele ya Modimo hantle. Hoba Jehoyada a shwe, mahosana a Juda a tla boka dikgomo ho kgosi, mme kgosi ya a mamela. Mahosana a furalla Tempele ya Morena Modimo wa bo-ntata wona, a sebeletsa ditshwantsho tsa Ashera le medimo ya bohata. Ka baka la tshito ena ya wona, kgalefo ya Morena ya tlokomela setjhaba sa Juda le baahi ba Jerusalema. Le hoja Morena a ile a ba a romela baporofeta ho kgutlisetsa setjhaba ho yena, ha se a ka sa mamela. Moya wa Modimo wa theohela hodima Sekariya, mora wa moprista Jehoyada, mme yena a ema hara setjhaba, a re: “Modimo o bua tjena: Ke ka baka lang le tlolang ditaelo tsa Morena, le bile le sa atlehe? Ke kahobane le furaletse Morena, mme le yena o le furaletse. ” Ka taelo ya kgosi ba mo rera, ba mmolaya, ba mo tlepetsa ka majwe a le lebaleng la Tempele ya Morena. Jowashe a se ke a ba a hopola molemo oo Jehoyada, ntata Sekariya, a ileng a mo etsetsa wona, yaba o bolaya mora wa Jehoyada. Ha Sekariya a eshwa, a re: “Morena a ke a le bone, mme a le otle!” Ha selemo se ilo fela, mabotho a Baarame a futuhela Jowashe. Mabotho ao a fihla naheng ya setjhaba sa Juda le Jerusalema, a bolaya mahosana wohle a setjhaba, mme tsohle tseo a di hapileng, a di isa ho kgosi ya maseka. Lebotho la Arame e ne e le sehlotshwana sa bahlabani, empa Morena a neelana ka lebotho le leholo la Baiseraele matsohong a Baarame, hobane Baiseraele ba ne ba furaletse Morena Modimo wa bo-ntata bona. Ka mokgwa ona ba ahlola Jowashe. Baarame ba mo siya ba mo ntshitse dikotsi tse tshabehang. Bahlanka ba hae ba mo rera, hobane o ne a ile a bolaya bara ba moprista Jehoyada. Ba mmolaela diphateng tsa hae, mme a shwa. Ba mo epela Motseng wa Davida, empa e seng mabitleng a dikgosi. Ba ileng ba mo rera ke bana: Sabada, mora wa Shimate, eo e neng e le mosadi wa Moamone, le Jehosabada, mora wa Shimerite, eo e neng e le mosadi wa Bamoabe. Ha e le taba tsa bara ba hae, le tsohle tseo a ileng a di porofetelwa, le tsa ho lokisa Tempele ya Modimo, tsena di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi. Amasiya, mora wa hae, a mo hlahlama. Amasiya o ne a ena le dilemo tse mashome a mabedi a metso e mehlano ha a qala ho busa. A busa ka dilemo tse mashome a mabedi a metso e robong, a le Jerusalema. Lebitso la mmae e ne le Jehowadane, eo hahabo e neng e le Jerusalema. Amasiya a kgahlisa Morena, feela e seng ka pelo ya hae yohle. Yare ha a se a tsitsitse bokgosing ba hae, a bolaya bahlanka ba hae, ba neng ba bolaye kgosi, e leng ntatae. Empa a se ke a bolaya bana ba babolai bao, a mpa a etsa jwalokaha ho ngotswe Bukeng ya Molao wa Moshe, moo Morena a laetseng, a re: “Bo-ntata bana ha ba ka ke ba bolawa ka baka la bana ba bona, le bana ha ba ka ke ba bolawa ka baka la bo-ntata bona, empa motho ka mong o tla bolaelwa sebe sa hae.” Amasiya a kgobokanya setjhaba sa Juda kaofela. Hara ba morabe wohle wa Juda, le wa Benjamine, a kgetha balaodi ba bahlabani ba dikete, le balaodi ba ba makgolo, ho ya ka malapa a bo-ntata bona. A ba bala ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho ya hodimo, mme kaofela ya eba mokgetho wa bahlabani ba dikete tse makgolo a mararo, e le banna ba ka yang ntweng, ba ka lwanang ka thebe le lerumo. Le naheng ya Iseraele a hira bahlabani ba dikete tse lekgolo ka silefera e ka etsang boima ba dikilo tse dikete tse tharo le makgolo a mane. Empa moporofeta wa Modimo a fihla ho Amasiya, a re: “Oho hle, kgosi, lebotho la Iseraele le se ke la ya ntweng le wena, hobane Morena ha a yo hara bana ba Iseraele, ha a yo le hara bohle ba morabe wa Efraime. Haeba o rata ho futuha, futuha, o imatlafaletse ntwa. Modimo o tla etsa hore sera sa hao se o hlole, hobane Modimo o na le matla a ho thusetsa, le matla a hore motho a hlolwe.” Yaba Amasiya o re ho moporofeta wa Modimo: “Jwale re tla etsa jwang ka silefera e etsang boima ba dikilo tse dikete tse tharo le makgolo a mane, eo re seng re lefile lebotho la Iseraele ka yona?” Moporofeta wa Modimo a araba, a re: “Morena a ka o nea e ngata ho feta ena.” Amasiya a hlwaya lebotho la ba morabe wa Efraime le neng le tlile ho yena, a le kgutlisetsa hae. Ka baka leo, bao ba halefela setjhaba sa Juda haholo, mme ba kgutlela mahahabo bona ba halefile haholo. Amasiya a imatlafatsa, mme a etella bahlabani ba hae pele ho ya fihla Kgohlong ya Letswai, moo a ileng a bolaela bahlabani ba Seire ba dikete tse leshome hona teng. Setjhaba sa Juda sa thopa ba dikete tse leshome, sa ba hlwesetsa hodima lefika, sa ba dihela, mme bao ba suhlamana. Empa ha e le bahlabani ba lebotho leo Amasiya a ileng a le kgutlisetsa hae, hore le se ke la ya le yena ntweng, ba futuhela metse ya Juda, ho tloha Samaria ho ya fihla Bete-Horone, mme teng ba bolaya batho ba dikete tse tharo, ba nka kgapo e ngata. Ha Amasiya a kgutla ho tswa timetsa Baedomo, a tla le medimo ya bana ba Seire, a e etsa medimo ya hae, a e kgumamela, mme a e tjhesetsa mokubetso. Ka baka leo, kgalefo ya Morena ya tlokomela Amasiya, mme Morena a roma moporofeta ho yena, ya ileng a fihla a re: “Ke ka baka lang ha o batlile thuso ya medimo ya baditjhaba, e sitilweng ho namolela beng ba yona matsohong a hao?” Yare ha moporofeta a ntse a bua le Amasiya, kgosi Amasiya a re ho yena: “Ke ho tloha neng re o kgethileng ho ba moeletsi wa kgosi? Kgutsa, esere ka o bolaya!” Yaba moporofeta o a kgutsa, a nto re: “Ke a tseba hore Modimo o rerile ho o timetsa, hobane o entse hona, mme ha o a ka wa mamela keletso ya ka.” Hoba kgosi Amasiya a eletswe ke banna ba hae, a romela molaetsa ho Jehowashe, mora wa Jehowakase, setloholo sa Jehu, kgosi ya Iseraele, a re: “Tloo, re tlo lebanya dithebe!” Yaba Jehowashe, kgosi ya Iseraele, o romela maqosa ho Amasiya, kgosi ya Juda, o re: “Hlabahlabane ya Lebanone e kile ya romela molaetsa ho kedare ya Lebanone, ya re: Nea mora wa ka moradi wa hao, a mo nyale! Yaba ho feta sebata sa Lebanone, se fihla se hatakela hlabahlabane eo. O re o hlotse Baedomo, mme o se o le makokonyana. Itulele ha hao mono! O ratelang ho ikenya tsietsing e tla o timetsa, e be e timetse le setjhaba sa Juda?” Empa Amasiya a se ke a mo mamela, hobane hona ho ne ho entswe ke Modimo, hore a tle a neelane ka bona matsohong a dira tsa bona, kaha ba ile ba batla thuso ya medimo ya Edomo. Ka baka leo, Jehowashe, kgosi ya Iseraele, a nyoloha, mme yena le Amasiya, kgosi ya Juda, ba lebanya dithebe ba le Bete-Shemeshe e naheng ya Juda. Baiseraele ba imela setjhaba sa Juda, mme sa baleha, e mong le e mong a balehela lapeng ha hae. Moo Bete-Shemeshe, Jehowashe, kgosi ya Iseraele, a thopa Amasiya, kgosi ya Juda, setloholo sa Jehowakase, mora wa Jowashe. A mo isa Jerusalema, a fihla a heletsa lerako la Jerusalema, ho tloha Kgorong ya Efraime, ho ya fihla Kgorong e Hukung. E ne e le sebaka se ka bang dimethara tse makgolo a mabedi. A hahara kgauta yohle le silefera, le thepa yohle e neng e le ka Tempeleng ya Modimo, e neng e hlokomelwa ke Obede-Edomo, le e neng e le ka letloleng le ka tlung ya kgosi. A thopa le batho, yaba o kgutlela Samaria. Amasiya, mora wa Jowashe, kgosi ya Juda, a phela ka dilemo tse leshome le metso e mehlano kamorao ho lefu la Jehowashe, mora wa Jehowakase, kgosi ya Iseraele. Diketso tse ding tsa Amasiya, ho tloha qalong ho isa qetellong, di ngotswe Bukeng ya Dikgosi tsa Juda le tsa Iseraele. Kamora hoba Amasiya a furalle Morena, ba mo kunuta a le Jerusalema, yaba o balehela Lakishe, empa ba mo sadisa bahlabani morao ho ya fihla Lakishe, moo ba ileng ba mmolaela hona teng. Ba bofa setopo sa hae pereng, ba mo epela le bo-ntatae, Motseng wa Davida. Setjhaba sohle sa Juda sa bea Usiya setulong sa Amasiya, ntatae. O ne a ena le dilemo tse leshome le metso e tsheletseng. Ke yena ya ileng a haheletsa Elate, a ba a e kgutlisetsa ho setjhaba sa Juda. Kamorao ho moo kgosi Amasiya a shwa. Usiya o ne a ena le dilemo tse leshome le metso e tsheletseng ha a qala ho busa. A busa ka lemo tse mashome a mahlano a metso e mmedi, a le Jerusalema. Lebitso la mmae e ne e le Jekoleya, eo ha habo e neng e le Jerusalema. A kgahlisa Morena jwalokaha ntatae, Amasiya, a ile a etsa. Mehleng ya Sekariya, ya neng a ena le kutlwisiso ya dipono tsa Modimo, Usiya a phetha thato ya Modimo. Ka nako yohle ha a ntse a phetha thato ya Morena, Modimo o ile a mo atlehisa. O ile a tsamaya, a futuhela Bafilesita, a thua lerako la Gate, le lerako la Jabene, le lerako la Ashedode; a haha le metse Ashedode le hara Bafilesita. Modimo a mo thusa ho hlola Bafilesita, le ho hlola Maarabia a neng a ahile Gure-Baale, a ba a hlola le Bameune. Baamone ba thella Usiya. Lebitso la hae la tuma ho ya fihla meeding ya Egepeta, kahobane o ne a ile a imatlafatsa haholo. Ho feta mona, Usiya a haha ditora Jerusalema, Kgorong e Hukung, le Kgorong e ka Kgohlong, le moo lerako le fellang teng, mme a di haheletsa. A haha ditora tse ding lehwatateng. A tjheka didiba tse ngata, hobane o ne a ena le mehlape ya diphoofolo diphuleng le dithoteng. O ne a ena le bahlanka ba lemang masimo, le a lemang difate tsa morara dithabeng le Karamele. O ne a rata temo haholo. Hape Usiya o ne a ena le lebotho la bahlabani, le neng le futuha ka mekgahlelo, ho ya kamoo ba neng ba balwa kateng ke Jeiele, eo e neng e le mongodi, le ke Maasiya, eo e neng e le molaodi ya katlasa Hananiya, e mong wa baokamedi ba mabotho a kgosi. Palo ya baokamedi ba bahale, ho ya ka malapa abo bona, e ne e le dikete tse pedi le makgolo a tsheletseng. Baokamedi ba ne ba laola lebotho le matla la bahlabani ba dikete tse makgolo a mararo a metso e supileng le makgolo a mahlano. Ba ne ba ka futuha ka matla a tshabehang ho thusetsa kgosi ho dira tsa yona. Usiya a etsetsa mabotho ana wohle dithebe, le marumo, le dikatiba tsa tshepe, le dibaki tsa tshepe, le diqha, a ba nea le majwe a tla betswa ka matjeketjane. Mane Jerusalema a etsa metjhine e qapilweng ke banna ba hlalefileng, eo ho betswang metsu le dikakawehadi tsa majwe ka yona. E ne e beilwe hodima ditora le hodima marako a motse. Lebitso la hae la tuma hohle, mme a fumana dithuso tse makatsang, ho fihlela a matlafala haholo. Ha Usiya a se a matlafetse a ikgohomosa, mme hona ha etsa hore a we. O ne a ile a sitelwa Morena Modimo wa hae, a kena ka Tempeleng ya Morena ho ya tjhesetsa mokubetso hodima aletare ya mokubetso. Moprista Asariya a kena a mo setse morao, a ena le baprista ba Morena ba mashome a robedi, bao e neng e le bahale. Ba bolella kgosi Usiya sefahlamahlo, ba re ho yena: “Usiya, ha o na tokelo ya ho tjhesetsa Morena mokubetso; ke baprista feela, e leng bara ba Arone, ba ileng ba halaleletswa ho tjhesa mokubetso. Tswa ka mona ka Sehalalelong, hobane o sitilwe; ebile Morena Modimo a ke ke a o tlotla!” Usiya, ya neng a ntse a tshwere pitsana ya ho tjhesa mokubetso, a halefa haholo. Yare a sa ntsane a halefetse baprista jwalo, a tswa lepera phatleng, a le kapele ho baprista, ka Tempeleng ya Morena, pela aletare ya mokubetso. Ha Moprista e Moholo Asariya le baprista bohle ba mo tadima, ba bona hore o tswile lepera phatleng, ba mo sutumeletsa kantle, mme le yena a tswa ka potlako, hobane Morena o ne a mo otlile. Kgosi Usiya ya eba molepera ho fihlela a eshwa. A phela a le inotshi tlung e kathoko, hobane o ne a ke ke a hlola a kena ka Tempeleng ya Morena. Jotame, mora wa hae, ya eba yena mookamedi wa lelapa la kgosi, a busa setjhaba sa naha eo. Diketso tse ding tsa Usiya, ho tloha qalong ho isa qetellong, di ngotswe ke moporofeta Esaya, mora wa Amose. Yaba Usiya o a shwa, ba mo epela le bo-ntatae, setsheng seo ho epelwang dikgosi ho sona, hobane ba ne ba re: “Usiya ke molepera!” Jotame, mora wa hae, a mo hlahlama. Jotame o ne a ena le dilemo tse mashome a mabedi a metso e mehlano ha a qala ho busa. A busa ka dilemo tse leshome le metso e tsheletseng, a le Jerusalema. Lebitso la mmae e ne e le Jerusha, moradi wa Sadoke. Jotame a kgahlisa Morena, a etsa jwalokaha Usiya, ntatae, a ile a etsa. Feela ha a a ka a kena ka Tempeleng ya Morena. Setjhaba sona sa nna sa etsa bokgopo. Jotame a haha Monyako o Kahodimo wa Tempele ya Morena; le lerako la Ofele a le sebetsa haholo. Le dithabeng tsa naha ya Juda a haha metse, mme merung a haha diqhobosheane le ditora. A futuhela le kgosi ya Baamone, a e hlola. Ka sona selemo seo Baamone ba mo thella ka silefera e etsang boima ba dikilo tse dikete tse tharo le makgolo a mane, le ka koro e etsang boima ba dithane tse sekete, le ka harese e etsang boima ba dithane tse sekete. Ka selemo sa bobedi, le ka selemo sa boraro, Baamone ba nna ba mo thella hakaalo. Jotame a matlafala, hobane o ne a tshepahala ho Morena Modimo wa hae. Diketso tse ding tsa Jotame, le dintwa tsohle tsa hae, le mesebetsi ya hae, tsena di ngotswe Bukeng ya Dikgosi tsa Iseraele le tsa Juda. O ne a ena le dilemo tse mashome a mabedi a metso e mehlano ha a qala ho busa. A busa ka dilemo tse leshome le metso e tsheletseng, a le Jerusalema. Jotame a shwa, mme a epelwa le bo-ntatae, Motseng wa Davida. Akase, mora wa hae, a mo hlahlama. Akase o ne a ena le dilemo tse mashome a mabedi ha a qala ho busa. A busa ka dilemo tse leshome le metso e tsheletseng, a le Jerusalema. Empa ha a a ka a kgahlisa Morena Modimo wa hae, jwalokaha Davida, ntataemoholo, yena a ile a kgahlisa Morena. A tsamaya mehlaleng ya dikgosi tsa Iseraele; a etsa medimo ya bohata ya bo-Baale. A tjhesetsa le mokubetso ka kgohlong ya mora wa Hinome, a etsa sehlabelo sa setjheso ka bara ba hae, ho latela manyala a baditjhaba bao Morena a neng a ile a ba leleka kapele ho bana ba Iseraele. A etsa mahlabelo, a tjhesetsa le mokubetso dibakeng tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, le hodima maralla, le katlase ho difate tsohle tse talana. Ka lebaka lena, Morena Modimo wa hae, a neelana ka Akase matsohong a kgosi ya Arame. Kgosi ena ya mo hlola, mme ya thopa letshwelehadi la setjhaba sa Juda, ya le isa Damaseka. Hape ha neelanwa ka yena matsohong a kgosi ya Iseraele, e ileng ya mo hlola, bahlabani ba hae ya ba etsa mofela. Peka, mora wa Remaleya, a bolaya ba setjhaba sa Juda ba dikete tse lekgolo le mashome a mabedi ka letsatsi le le leng feela. Bana bohle e ne e le bahale. Ba bolawa kahobane setjhaba sa Juda se ne se furaletse Morena Modimo wa bo-ntata sona. Sikeri, mohale wa ba morabe wa Efraime, a bolaya Maasiya, mora wa kgosi, le Asarikama, mookamedi wa ntlo ya kgosi, le Elekana, letsoho la kgosi. Bana ba Iseraele ba thopa bana babo bona ba dikete tse makgolo a mabedi, e le basadi, le bara, le baradi. Ba hahara le kgapo e ngata, ba e isa Samaria. Moporofeta wa Modimo o ne a le teng moo, lebitso la hae e le Odede. A ya kgahlanyetsa lebotho le fihlileng Samaria, a re ho lona: “Bonang mona: Kaha Morena Modimo wa bo-ntata lona, a ne a halefetse setjhaba sa Juda, o neelane ka sona matsohong a lona. Le se bolaile le halefile haholo, mme kgalefo ya lona e fihlile lehodimong. Jwale sepheo sa lona ke hore banna le basadi ba setjhaba sa Juda, le ba tswang Jerusalema, le ba etse makgoba a lona. Na lona ha le a sitelwa Morena Modimo wa lona? Ka baka lena, mmameleng, mme le kgutlise bathopuwa bao le ba thopileng e le bana babo lona, hobane Morena o le halefetse.” Ba bang ba dihlooho tsa bana ba Iseraele, e leng bo-Asariya, mora wa Johanane, le Berekiya, mora wa Meshilemote, le Jehesekiya, mora wa Shalome, le Amasa, mora wa Hadelai, ba bolella ba tswang ntweng sefahlamahlo, ba re ho bona: “Le ke ke la tlisa bathopuwa bana mona! Ere re se ntse re sitetswe Morena, jwale le batla ho eketsa dibe tsa rona le melato ya rona! Tshito ya rona e kgolo, mme Baiseraele ba halefetswe ka kgalefo e tshabehang!” Yaba bahlabani ba tlohela bathopuwa le kgapo kapele ho mahosana le setjhaba sohle. Banna ba ileng ba thonngwa ka mabitso ba ema, ba nka bathopuwa. Ka thepa e hapilweng ba apesa bohle ba neng ba hlobotse; ba ba apesa, ba ba rwesa dieta, ba ba fepa, ba ba fa se nowang, ba ba tlotsa ka ole. Ba fokolang ba bona ba ba palamisa ditonki, ba ba isa Jeriko, motseng wa dipalema, ho bana babo bona, ba nto kgutlela Samaria. Ka yona nako eo, kgosi Akase a romela molaetsa ho dikgosi tsa Asiria, hore di tlo mo thusa. Baedomo ba ne ba ile ba futuha hape, ba fihla ba hlola setjhaba sa Juda, mme ba thopa batho. Le Bafilesita ba ne ba se ba futuhetse metse e ka mabalane, le e ka borwa ho naha ya Juda, ba hapile Bete-Shemeshe, le Aiyalone, le Gederote, le Soko le metsana ya yona, le Timina le metsana ya yona, le Gimeso le metsana ya yona, mme ba se ba ahile moo. Ka lebaka la Akase, kgosi ya Iseraele, Morena a kokobetsa setjhaba sa Juda, hobane Akase a ile a totisa bokgopo naheng ya Juda, mme a se ke a tshepahala ho Morena. Tigelate-Pilesere, kgosi ya Asiria, a fihla ho Akase, mme sebakeng sa hore a mo thuse, a mo tshwenya. Yaba Akase o nka karolo ya dintho tse ka Tempeleng ya Morena, le tse ka tlung ya kgosi, le tse ka matlung a mahosana, o di nea kgosi ya Asiria, empa ya se ke ya mo thusa. Ka nako ya ditsietsi tsena tsa hae, yena kgosi Akase eo a sitelwa Morena le ho feta. Akase a etsetsa medimo ya bohata ya Damaseka, mahlabelo, e leng yona e ntseng e mo timetsa, mme a re: “Kaha medimo ya dikgosi tsa Arame e di thusitse, le nna ke tla e etsetsa mahlabelo, e le hore e tle e nthuse.” Empa ke yona medimo eo e ileng ya mo timetsa, ya timetsa le naha yohle ya Iseraele. Akase a bokella thepa ya Tempele ya Modimo, a e pshatla, a kwala menyako ya Tempele ya Morena, mme mateanong wohle a ditsela tsa Jerusalema a ikgahela dialetare. Metseng yohle ya naha ya Juda a haha dibaka tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, hore ho tjhesetswe medimo ena mokubetso ho tsona, mme ka hona a halefisa Morena Modimo wa bo-ntatae. Diketso tse ding tsa Akase, le mesebetsi ya hae yohle, ho tloha qalong ho isa qetellong, di ngotswe Bukeng ya Dikgosi tsa Juda le tsa Iseraele. Akase a shwa, mme ba mo epela motseng wa Jerusalema. Empa ba se ke ba mo epela mabitleng a dikgosi tsa Iseraele. Hesekiya, mora wa hae, a mo hlahlama. Hesekiya o ne a ena le dilemo tse mashome a mabedi a metso e mehlano ha a qala ho busa. A busa ka dilemo tse mashome a mabedi a metso e robong, a le Jerusalema. Lebitso la mmae e ne e le Abiya, moradi wa Sakariya. Hesekiya a kgahlisa Morena, jwalokaha Davida, ntataemoholo, a ne a ile a etsa. Ka kgwedi ya pele selemong sa pele sa puso ya hae, Hesekiya a bula mamati a Tempele ya Morena, a a lokisa. A bitsa baprista le Balevi, a ba kgobokanyetsa lebaleng le ka botjhabela. A re ho bona: “Lona Balevi, mmameleng! Itlhwekiseng hona jwale, mme le hlwekise le Tempele ya Morena Modimo wa bo-ntata lona, le hleke ditshila tsohle sebakeng sena se halalelang. Bo-ntata rona ba ile ba sitwa, ba etsa bobe mahlong a Morena Modimo wa bo-ntata rona. Ba mo furaletse, mme mahlo a bona ha a sa tadimile Leaho la Morena, ba le furaletse. Ba bile ba kwetse menyako ya lethule, ba tima le mabone, mme ha ba sa tjhesa le mokubetso, kapa ho etsetsa Modimo wa Iseraele dinyehelo tsa setjheso sebakeng sena se halalelang. “Ka baka lena, Morena o halefetse setjhaba sa Juda, le baahi ba Jerusalema, o ba kentse tsietsing, o ba entse setsoto, ba fetohile sekgobo, jwalokaha le lona le bona. Bo-ntata rona ba bolailwe ka sabole; bara ba rona, le baradi ba rona, le basadi ba rona, ke bathopuwa. Jwale ke rerile ho etsa selekane le Morena Modimo wa Iseraele, e le hore kgalefo ya hae e tshabehang e tle e fele. Bara ba ka, se beng mahlaswa, hobane Morena o le kgethile hore le eme kapele ho yena, le mo sebeletse, le be basebeletsi ba hae ba mo tjhesetsang mokubetso.” Jwale Balevi bana ba qalella ho sebetsa: Mahate, mora wa Amasai, le Joele, mora wa Asariya, e leng ba morabe wa Kohate, le Kishe, mora wa Abade, le Asariya, mora wa Jehaleele, e leng ba morabe wa Merari, le Jowa, mora wa Simma, le Edene, mora wa Jowa, e leng ba morabe wa Gereshone, le Shimeri, le Jeiele, e leng bara ba Elesafane, le Sekariya le Mataneya, e leng bara ba Asafo, le Jehiele, le Shimei, e leng bara ba Hemane, le Shemaya, le Usiele, e leng bara ba Jedutune. Banna bana ba bokella bana babo bona, ba itlhwekisa, mme ba hlwekisa le Tempele ya Morena, ho ya ka taelo ya kgosi, ho latela dipolelo tsa Morena. Baprista ba kena ka Tempeleng ya Morena ho ya e hlwekisa. Ditshila tsohle tseo ba di fumaneng ka Tempeleng ya Morena ba di hlekela ka seotlwaneng sa Tempele ya Morena. Balevi ba nka ditshila tsena ba di lahlela ka molatswaneng wa Kiderone. Ka letsatsi la pele la kgwedi ya pele, ba qala ho hlwekisa Tempele, mme ka letsatsi la borobedi la kgwedi yona eo, ba fihla lethuleng la Morena. Ba hlwekisa Tempele ya Morena ka matsatsi a robedi, mme ka letsatsi la leshome le metso e tsheletseng la kgwedi yona eo ba qeta mosebetsi oo. Jwale Balevi ba ya ho kgosi Hesekiya, ba re: “Re hlwekisitse Tempele ya Morena kahohle, le aletare ya nyehelo ya setjheso, le thepa yohle ya yona, le tafole ya bohobe bo halalelang, le thepa yohle ya yona. Le thepa yohle eo kgosi Akase a ileng a e silafatsa, ha a ne a sitelwa Morena mehleng ya puso ya hae, re e beile hantle, ra e hlwekisa, mme jwale re e beile kapele ho aletare ya Morena.” Kgosi Hesekiya a tsoha e sa le ka madungwadungwana, a bitsa babusi bohle ba motse, mme ba nyolohela Tempeleng ya Morena. Ba tlisa dipohwana tse supileng, le dipheleu tse supileng, le dikonyana tse supileng, le diphooko tse supileng, e le nyehelo e tlosang sebe bakeng sa lelapa la kgosi, le bakeng sa Sehalalelo, le bakeng sa setjhaba sa Juda. A laela baprista, e leng bara ba Arone, hore ba etse nyehelo ka tsona hodima aletare ya Morena. Yaba ba hlaba dipohwana, baprista ba nka madi a tsona, mme ba foka ka wona hodima aletare. Ka mokgwa o jwalo, ha ba se ba hlabile dipheleu, ba foka hodima aletare ka madi a tsona; ba hlaba le dikonyana, mme ba foka hodima aletare ka madi a tsona. Jwale ba tlisa diphooko ho kgosi le ho setjhaba bakeng sa nyehelo e tlosang sebe, ba di bea matsoho hodimo. Baprista ba di hlaba, mme ba isa madi a tsona aletareng, e le nyehelo e etsetsang Baiseraele bohle tefelo ya sebe, hobane kgosi e ne e ile ya laela hore nyehelo ya setjheso, le nyehelo e tlosang sebe, di etsetswe setjhaba sohle sa Iseraele. Ho latela taelo ya Davida, le ya Gade, senohe sa kgosi, le ya moporofeta Nathane, kgosi Hesekiya a bea Balevi ditulong tsa bona, ka Tempeleng ya Morena, ba nkile matlheretlhere, le dikatara, le diharepa, hobane hona e ne e le taelo ya Morena, eo a e entseng ka baporofeta ba hae. Balevi ba ema ba nkile diletsa tsa Davida, baprista bona ba nkile diterompeta. Hesekiya a laela hore ho etsetswe nyehelo ya setjheso hodima aletare. Ha ba qala ho etsa nyehelo ya setjheso, ha binelwa Morena dipina, ha letswa le diterompeta, le diletsa tse ileng tsa kgethwa ke Davida, kgosi ya Iseraele. Setjhaba sohle sa kgumama, sa rapela, dibini tsa bina, le diterompeta tsa letswa; hona ha tswela pele ho fihlela nyehelo ya setjheso e phethwa. Ha ba qetile ho etsa nyehelo, kgosi le bohle ba neng ba ena le yona, ba kgumama, mme ba rapela. Ho feta mona, kgosi Hesekiya le mahosana ba laela Balevi hore ba rorise Morena ka dithoko tsa Davida, le tsa Asafo wa moporofeta. Ba binela Morena dithoko ba thabile; ba kgumama, mme ba rapela. Yaba Hesekiya o re: “Jwale le ineetse Morena. Atamelang le tlise mahlabelo, le dinyehelo tsa teboho ka Tempeleng ya Morena.” Setjhaba sa tlisa mahlabelo le dinyehelo tsa teboho, mme bohle ba tlisa dinyehelo tsa setjheso, tsa boithaopo. Palo ya dinyehelo tsa setjheso tseo setjhaba se ileng sa di tlisa e ne e le mashome a supileng a dipohwana, le dipheleu tsa lekgolo, le dikonyana tse makgolo a mabedi. Tsena tsohle e ne e le tsa ho etsetsa Morena nyehelo ya setjheso. Tse neng di abetswe Morena e ne e le dipohwana tse makgolo a tsheletseng, le dikgutshwane tse dikete tse tharo. Empa baprista ba ne ba se bakae, hoo ba neng ba sitwa ho buha diphoofolo tsohle tsa nyehelo ya setjheso; ka baka leo, bana babo bona, e leng Balevi, ba ba thusa ho fihlela mosebetsi o phethwa, le ho fihlela baprista ba bang ba itlhwekisitse, hobane Balevi ba ne ba tjhesehela ho itlhwekisa ho feta baprista. Le diphoofolo tsa dinyehelo tsa setjheso di ne di le ngata, le mafura a dinyehelo tsa teboho. Nyehelo e nngwe le e nngwe ya setjheso e ne e tsamaya le nyehelo ya dino. Yaba mosebetsi wa Tempele ya Morena o busetswa madulong. Hesekiya a nyakalla, le setjhaba sohle sa nyakalla, ka baka la seo Modimo a ileng a se etsetsa setjhaba sa hae, le hona ka potlako. Hesekiya a romela molaetsa ho Baiseraele bohle, le ho setjhaba sa Juda, a ba a ngolla le ba morabe wa Efraime le wa Manase, a ba memela hore ba tle Tempeleng ya Morena, Jerusalema, ho tla etsetsa Morena Modimo wa Iseraele, mokete wa Paseka. Kgosi e ne e ile ya rerisana le mahosana wohle a yona, le setjhaba sohle se Jerusalema, ho etsa mokete wa Paseka ka kgwedi ya bobedi. Ba ne ba ke ke ba etsa mokete ona ka nako ya teng, hobane baprista ba ne ba eso itlhwekise ka mokgwa o phethahetseng, mme le setjhaba se ne se eso phuthehele Jerusalema. Hona ha thabisa kgosi le setjhaba sohle. Ba etsa taelo ya hore naheng yohle ya Iseraele, ho tloha Beeresheba ho ya fihla Dane, ho phatlalatswe hore batho ba tle Jerusalema ho tla etsetsa Morena Modimo wa Iseraele, mokete wa Paseka, hobane e ne e le ba mmalwana feela ba neng ba e keteka jwalokaha ho ngotswe. Ka taelo ya kgosi, maqosa a ya hohle naheng ya Iseraele le ya Juda, a isa mangolo a tswang ho kgosi le ho mahosana a yona, a reng: “Lona bana ba Iseraele, kgutlelang ho Morena Modimo wa Aborahama, le Isaka, le Iseraele, mme le yena o tla kgutlela ho masalla a lona a phonyohileng matsohong a dikgosi tsa Asiria. Le se ke la etsisa bo-ntata lona, le bana babo lona, ba ileng ba sitelwa Morena Modimo wa bo-ntata bona, ya ileng a ba etsa dintho tse tshabehang jwalokaha le bona. Le se ke la satalatsa melala ya lona jwaloka bo-ntata lona, le ineele Morena, le kene ka Sehalalelong sa hae seo a se halaleditseng kamehla yohle. Sebeletsang Morena Modimo wa lona, e le hore kgalefo ya hae e tlokomang e tle e le fapohe. Haeba le kgutlela ho Morena, bana babo lona, le bana ba lona, ba tla fumana mohau ho bathopi ba bona, mme ba tla kgutlela naheng ena, hobane Morena Modimo wa lona, o mosa, o mohau. A ke ke a le furalla, ha le kgutlela ho yena.” Maqosa a ya le metse yohle ya ba morabe wa Efraime, le ya ba morabe wa Manase, ho ya fihla ho ba morabe wa Sebulone, empa batho ba a tsheha, ba a soma. Leha ho le jwalo, ba bang ba morabe wa Ashere, le wa Manase, le wa Sebulone, ba ikokobetsa, ba ya Jerusalema. Le naheng ya Juda Modimo a etsa hore setjhaba sa teng se be pelonngwe, ho phetha taelo ya kgosi le ya mahosana, ho ya ka polelo ya Morena. Ka kgwedi ya bobedi setjhaba sa phuthehela Jerusalema ka bongata, ho ya keteka mokete wa mahobe a sa lomoswang. Batho ba tlosa dialetare Jerusalema, ba tlosa le dialetare tsohle tsa mokubetso, ba di lahlela ka molatswaneng wa Kiderone. Ka letsatsi la leshome le metso e mene la kgwedi ya bobedi, ba hlaba konyana ya Paseka. Baprista le Balevi ba hlajwa ke dihlong, mme ba itlhwekisa, ba tlisa dinyehelo tsa setjheso ka Tempeleng ya Morena. Ba ema ditulong tsa bona ho ya ka tlwaelo ya bona, ho latela Molao wa Moshe, mohlanka wa Modimo. Baprista ba foka ka madi ao ba a neilweng ke Balevi. Kaha ba bangata, hara setjhaba, ba ne ba sa itlhwekisa, Balevi ba hlabela e mong le e mong wa bona konyana ya Paseka, ho e hlwekisetsa Morena. Le hoja batho ba bangata, ba neng ba etswa morabeng wa Efraime, le wa Manase, le wa Isakare, le wa Sebulone, ba ne ba sa itlhwekisa, le bona ba eja Paseka, ho fapana le kamoo ho ngotsweng kateng. Empa Hesekiya a ba rapella, a re: “Morena ya lokileng a ke a tshwarele e mong le e mong wa bona, ya felang a ikemiseditse ho batla Morena Modimo wa bo-ntatae, leha a sa hlweka ho ya ka melao ya Sehalalelo.” Morena a mamela thapelo ya Hesekiya, a tshwarela setjhaba. Bana ba Iseraele, ba neng ba le teng Jerusalema, ba keteka mokete wa mahobe a sa lomoswang ka matsatsi a supileng, ka thabo e kgolo. Balevi le baprista bona ba nna ba rorisa Morena ka tsatsi le leng le le leng, ba mminela ka tjheseho e kgolo. Hesekiya a kgothatsa Balevi bohle ba neng ba bonahala ba utlwisisa tshebeletso ya Morena. Ka matsatsi a supileng ba eja, ba etsa dinyehelo tsa teboho, mme ba boka Morena Modimo wa bo-ntata bona. Setjhaba sohle sa dumellana hore se boele se keteke ka matsatsi a supileng, mme sa boela sa keteka ka thabo, ka matsatsi a mang a supileng. Hesekiya, kgosi ya Juda, a nea setjhaba dipohwana tse sekete, le dikgutshwane tse dikete tse supileng. Mahosana le wona a nea setjhaba dipohwana tse sekete, le dikgutshwane tse dikete tse leshome. Baprista ba bangata ba itlhwekisa. Setjhaba sohle sa Juda sa nyakalla hammoho le baprista le Balevi le bohle ba neng ba phuthehile, ba etswa naheng ya Iseraele, le baditjhaba ba neng ba etswa naheng ya Iseraele, le ba neng ba phela naheng ya Juda. Thabo ya eba kgolo Jerusalema, hobane haesale ho tloha mehleng ya Solomone, mora wa Davida, kgosi ya Iseraele, ho ne ho eso ka ho eba le ntho e tshwanang le ena, Jerusalema. Jwale baprista, e leng Balevi, ba ema, ba hlohonolofatsa setjhaba. Mantswe a bona a utlwahala, mme thapelo ya bona ya fihla leahong la Modimo le halalelang, le lehodimong. Ha tsena tsohle di se di phethilwe, Baiseraele bohle ba neng ba le teng ba ya metseng ya Juda. Ba fihla ba thua difika tseo ba di kgumamelang, ba senya le ditshwantsho tsa Ashera, ba heletsa dibaka tseo ho neng ho rapellwa medimo ya bohata ho tsona, ba heletsa le dialetare naheng yohle ya ba morabe wa Juda, le naheng ya ba morabe wa Benjamine, le ya ba morabe wa Efraime, le ya ba morabe wa Manase, ho fihlela tsohle di sentswe. Jwale bana bohle ba Iseraele ba kgutla, e mong le e mong a ya ha habo, motseng wa habo. Hesekiya a kgetha dihlopha tsa baprista le tsa Balevi, e mong le e mong a ena le mosebetsi wa hae. Baprista le Balevi ba kgethelwa ho etsa dinyehelo tsa setjheso, le dinyehelo tsa teboho, le ho boka, le ho sebeletsa, le ho rorisa ba le kgorong ya diahelo tsa Morena. Kgosi ya fana ka seabo sa yona, se tswang mehlapeng ya yona, bakeng sa ho etsa dinyehelo; e leng nyehelo ya setjheso ya hoseng le ya mantsiboya, le bakeng sa ho etsa nyehelo ya setjheso ya Sabatha, le ya ho thwasa ha kgwedi, le ya mekete e kgethehileng, jwalokaha ho ngotswe Molaong wa Morena. Hesekiya a laela setjhaba se neng se ahile Jerusalema hore se ntshe seabo se newang baprista le Balevi, e le hore ba thahaselle ho phetha Molao wa Morena. Hoba taelo ena e anele hohle, bana ba Iseraele ba tlisa dilopotsiya tsa koro, le tsa veine, le tsa ole, le tsa mahe a dinotshi, le dilopotsiya tsa tsohle tse tswang masimong. Ba tlisa le karolo e le nngwe hodima tse leshome tsa dintho tsa bona, mme ba di tlisa ka bongata. Bana ba Iseraele le setjhaba sa Juda ba neng ba ahile metseng ya Juda le bona ba tlisa karolo e le nngwe hodima tse leshome tsa dikgomo tsa bona le dikgutshwane tsa bona. Ba tlisa le karolo e le nngwe hodima tse leshome tsa dintho tse halalelang, tseo ba di abetseng Morena, ba di etsa diqubuqubu. Ka kgwedi ya boraro ba qala ho bokella dintho tsena, mme ka kgwedi ya bosupa ba qeta ho di bokella. Bo-kgosi Hesikiya le mahosana ba fihla, mme ha ba bona diqubuqubu tsena ba rorisa Morena, ba hlohonolofatsa setjhaba. Hesekiya a botsa baprista le Balevi ka diqubu tsena. Yaba Asariya, Moprista e Moholo, wa lelapa la Sadoke, o a mo araba, o re: “Haesale ho tloha mohla setjhaba se tlisang dinyehelo ka Tempeleng ya Morena, re ile ra ja, ra ba ra di sheba feela, mme re sa saletswe ke tse ngata, hobane Morena o hlohonolofaditse setjhaba sa hae, mme dijo tse setseng ke qubuhadi ena.” Jwale Hesekiya a laela hore ho lokiswe matlo a polokelo ka Tempeleng ya Morena, mme ba a lokisa. Ba tlisa dinyehelo, le karolo e le nngwe hodima tse leshome tsa dintho tse abetsweng Morena, le dimpho tse halalelang. Tsena ba di tlisa ka botshepehi. Konaniya wa Molevi e ne e le yena modisa wa dintho tsena, mothusi wa hae e le Shimei, ngwanabo. Baokamedi bana: Jehiele, le Asasiya, le Nahate, le Asaele, le Jerimote, le Josabada, le Eleele, le Jisemakiya, le Mahate, le Benaya, ba ne ba ikarabella ho Konaniya, le ho Shimei, ngwanabo, e le ka taelo ya kgosi Hesekiya le ya Asariya, mookamedi wa Tempele ya Morena. Kore, mora wa Jimena wa Molevi, e ne e le molebedi wa monyako o ka botjhabela. O ne a hlokomela dinyehelo tsa boithaopo tse nyehellwang Modimo, e le yena ya abang dinyehelo tsa Morena le dintho tse halalelang ka ho fetisisa. Metseng ya baprista, e leng moo a neng a sebeletsa teng ka botshepehi, a fepa ba baholo le ba banyenyane ho ya ka dihlopha tsa bona ka ho tshwana; o ne a thuswa ke Edene, le Mineyamine, le Jeshua, le Shemaya, le Amariya, le Shekaniya. Bohle ba batona ba neng ba kena ka Tempeleng ya Morena, ho ya etsa mesebetsi ya bona ya letsatsi le letsatsi, ho tloha ka ba dilemo tse tharo le ho feta, ba neng ba ngotswe bukeng ya lenane la leloko, le bona ba ne ba ba abela dijo ho ya ka dihlopha tsa bona. Lenane la leloko la baprista le ne le hlophisitswe ho ya kamoo malapa abo bona a ngodisitsweng kateng bukeng ya lenane la leloko. Balevi bona, ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mabedi, ho ya hodimo, ba ne ba hlophisitswe ho ya ka mesebetsi ya bona le dihlopha tsa bona. Ha hlophiswa le lenane la masea a bona, le la basadi ba bona, le la bara ba bona, le la baradi ba bona setjhabeng sohle, ho ya ka buka ya leloko la bona. Ka baka la boemo ba bona, baprista ba ne ba itlhwekisa ka botshepehi, ha ba ilo sebetsa ka dintho tse halalelang. Le bara ba Arone, bao e neng e le baprista, ba neng ba phela makgulong a haufi le metse ya bona, le metseng yohle, ba abelwa dijo ke banna ba neng ba thontswe ka mabitso ho abela bohle ba batona hara baprista, le bohle ba Balevi ba neng ba ngotswe bukeng ya leloko. Hesekiya o ile a etsa jwalo naheng yohle ya Juda, a etsa se molemo, le se lokileng, le seo e leng nnete kapele ho Morena Modimo wa hae. Mosebetsing o mong le o mong oo a ileng a o qala, o amanang le tshebeletso ya Tempele ya Modimo, le molao, le ditaelo, a batla Modimo wa hae, a sebetsa ka pelo yohle ya hae, mme kahoo a atleha. Kamora tsohle tseo Hesekiya a ileng a di etsa ka botshepehi, Saneheribe, kgosi ya Asiria, a fihla, a futuhela naha ya Juda. A etsetsa metse e haheleditsweng ya Juda thibella, a hopotse ho ikgapela yona. Ha Hesekiya a bona hore Saneheribe o se a le teng, mme o morerong wa ho futuhela Jerusalema, a eletsana le mahosana le bahale ba hae, hore ho katwe didiba tse neng di le kathoko ho motse, mme ba mo thusa. Setjhaba se sengata sa kgobokana, sa kata didiba tsohle, sa thiba le metsi a nokana e neng e haola hara naha eo, mme sa re: “Ha dikgosi tsa Asiria di fihla di se ke tsa fumana metsi.” Kgosi Hesekiya a tsoha molota, a tsosa lerako hohle moo le neng le helehile teng. Hodima lona a haha ditora, a haha le lerako le leng kathoko ho leo. A matlafatsa le Milo, e Motseng wa Davida. A etsa marumo a mangata le dithebe tse ngata. A bea balaodi ba ntwa ho okamela setjhaba sohle. A ba kgobokanyetsa ho yena, lebaleng le pela kgoro ya motse, a ba kgothatsa, a re: “Ebang matla, le tsohe molota, le se ke la tshaba kapa la nyahamiswa dipelo ke kgosi ya Asiria, kapa ke letshewelehadi leo a nang le lona, hobane ya re thusang o matla ho feta ya mo thusang. Yena o tshepile matla a hae, athe rona, Modimo o na le rona; o tla re thusa, a re lwanele.” Mantswe a Hesekiya, kgosi ya Juda, a tsosa setjhaba molota. Kamora tsena, ha Saneheribe, kgosi ya Asiria, a ntse a etseditse Lakishe thibella ka mabotho wohle a hae, a romela bahlanka ba hae Jerusalema ho Hesekiya, kgosi ya Juda, le ho setjhaba sohle sa Juda se neng se le Jerusalema, a re: “Saneheribe, kgosi ya Asiria, o bua tjena: Le tshepileng, ha e le moo re le etseditse thibella Jerusalema? Na ha le bone hore Hesekiya o a le thetsa, hore le tle le bolawe ke tlala le lenyora, ha a ntse a re: “Morena Modimo wa rona, o tla re namolela matsohong a kgosi ya Asiria?” Na hase yena Hesekiya ya fedisitseng dibaka tsa Modimo tsa borapedi, le dialetare tsa hae, mme a ba a laela setjhaba sa Juda, le baahi ba Jerusalema, a re: “Le rapelle kapele ho aletare e le nngwe, mme le tjhesetse mokubetso hodima yona?” “ Na ha le tsebe seo nna le bo-ntate re ileng ra se etsa ho ditjhaba tsohle tsa dinaha tse ding? Na medimo ya ditjhaba tseo e ile ya tseba ho di namolela matsohong a ka? Ke modimo ofe, hara medimo yohle ya ditjhaba tseo, tseo bo-ntate ba ileng ba di timetsa, o kileng wa tseba ho pholosa setjhaba sa wona matsohong a ka? Jwale lona, Modimo wa lona a ka le pholosa jwang matsohong a ka? Bonang mona, Hesekiya a se ke a nna a le thetsa, a nna a le kgelosa ka mokgwa o tjena. Le se ke la mo mamela, hobane ha ho modimo wa setjhaba sefe kapa sefe, leha e le wa mmuso ofe kapa ofe, o kileng wa pholosa batho ba wona matsohong a ka, le matsohong a bo-ntate. Le lona, Modimo eo wa lona a ke ke a le pholosa matsohong a ka! ” Bahlanka ba Saneheribe ba nna ba tswela pele ho nyefola Morena Modimo, le ho nyefola Hesekiya, mohlanka wa hae. Mangolong ao Saneheribe a neng a a ngotse, o ne a nyefotse Morena Modimo wa Iseraele, a mo hanyeditse, a itse: “Jwalokaha medimo ya ditjhaba tsa dinaha tse ding e sa ka ya namolela ditjhaba tseo tsa yona matsohong a ka, le Modimo wa Hesekiya o ke ke wa namolela setjhaba sa hae matsohong a ka.” Setjhaba sa Jerusalema, se neng se le hodima lerako, ba se howeletsa haholo ka puo ya Seheberu ho se tshosa le ho se kenya letswalo, e le hore ba tle ba tsebe ho hapa motse. Ba nyefola Modimo wa Jerusalema, jwalokaha eka ba nyefola medimo ya ditjhaba tsa dinaha tse ding, e leng e entsweng ka matsoho a batho. Ka baka la taba ena, kgosi Hesekiya le moporofeta Esaya, mora wa Amose, ba rapela, mme ba ipiletsa ho Modimo. Morena a romela lengeloi, le ileng la ya diahelong tsa kgosi ya Asiria, la bolaya bahale bohle, le baetapele, le balaodi. Saneheribe a kgutlela naheng ya hae ka dihlong. Yare ha a kena ka tempeleng ya modimo wa hae, bara ba tswetsweng ke yena ba fihla ba mmolaya ka sabole. Ka mokgwa o tjena Morena a namolela Hesekiya le baahi ba Jerusalema matsohong a Saneheribe, kgosi ya Asiria, le matsohong a bohle ba bang, mme kgotso ya eba teng kahohle. Batho ba bangata ba tlisetsa Morena dimpho Jerusalema; ba tlisetsa le Hesekiya kgosi ya Juda dimpho tsa bohlokwa. Ho tloha mohlang oo, Hesekiya a tlotleha mahlong a ditjhaba tsohle. Mehleng eo Hesekiya a kulela lefu, mme a rapela Morena. Morena a mo araba, a mo etsetsa mohlolo. Empa Hesekiya a se ke a leboha seo a se etseditsweng, hobane o ne a ikgohomosa. Ka baka lena, kgalefo ya Modimo ya tlokomela yena le setjhaba sa Juda, le baahi ba Jerusalema. Le hoja Hesekiya a ne a ikgohomosa jwalo, o ile a ikokobetsa, yena le baahi ba Jerusalema. Ka baka lena, mehleng ya Hesekiya Modimo a se ke a ba halefela. Hesekiya o ne a ruile haholo, mme a tlotleha haholo. A haha matlo ao ka ho wona ho bolokwang silefera, le kgauta, le mahakwe a bohlokwa, le dinoko, le dithebe, le dintho tsohle tseo motho a ka lakatsang ho ba le tsona. A haha le matlo ao ho bolokwang dijo ho wona, ha tjhai e le ngata, le ao ho bolokwang veine e ntjha ho wona, le ole; a haha le masaka a mefuta yohle ya diphoofolo, le masaka a mehlape ya dikgutshwane. A ikgahela metse, a ba le mehlape e mengata ya dikgutshwane, le ya dikgomo, hobane Modimo o ne a mo file maruo a mangata. Hesekiya a kgelosa metsi a tswang mohloding wa Gihone kahodimo, a a lebisa tlase, ka bophirimela ho Motse wa Davida, mme a atleha mesebetsing ya hae yohle. Empa ha ho fihla maqosa a babusi ba Babilona, a neng a romilwe ho Hesekiya, ho tla batlisisa tsa mohlolo o ileng wa etsahala naheng ya hae, Modimo o ile a mo tlohela, a mmea tekong, hore a tle a tsebe sohle se ka pelong ya hae. Diketso tse ding tsa Hesekiya, le tsa ho sebeletsa Modimo, di ngotswe Bukeng ya Dipono tsa Moporofeta Esaya, mora wa Amose, le Bukeng ya Dikgosi tsa Juda le tsa Iseraele. Hesekiya a shwa, mme a epelwa leralleng, kahodimo ho mabitla a bara ba Davida. Baahi bohle ba naha ya Juda, le ba Jerusalema, ba mo tlotla lefung la hae. Manase, mora wa hae, a mo hlahlama. Manase o ne a ena le dilemo tse leshome le metso e mmedi ha a qala ho busa. A busa ka dilemo tse mashome a mahlano a metso e mehlano, a le Jerusalema. A etsa bobe mahlong a Morena, a latela manyala a baditjhaba bao Morena a neng a ba leleke kapele ho bana ba Iseraele. A boela a haha dibaka tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, tseo ntatae Hesekiya a neng a ile a di heletsa. A tsosa dialetare tsa bo-Baale; a etsa ditshwantsho tsa Ashera, a kgumamela letsatsi, le kgwedi, le dinaledi, a di sebeletsa. A haha le dialetare ka Tempeleng ya Morena, eo Morena a neng a bue ka yona, a re: “Ke tla kgumamellwa Jerusalema kamehla yohle.” A hahela letsatsi, le kgwedi, le dinaledi, dialetare mabaleng a mabedi a Tempele ya Morena. A etsa sehlabelo sa setjheso ka bara ba hae, ka kgohlong ya mora wa Hinome. A loya, a noha, a sebedisa baloi, le ba buang le bafu, le dinohe. A etsa bobe bo boholo mahlong a Morena, a mo halefisa. Setshwantsho se betlilweng sa modimo wa bohata, seo a neng a se entse, a se hloma ka Tempeleng ya Morena, eo Morena a neng a bue ka yona ho Davida, le ho mora wa hae Solomone, a re: “Ka Tempeleng ena, le mona Jerusalema eo ke e kgethileng hara meloko yohle ya Iseraele, ke moo ke tla kgumamellwa teng kamehla yohle. Haeba Baiseraele ba hlokomela ho phetha tsohle tseo ke ba laetseng tsona, ho ya ka molao wohle, le ditaelo tsohle, le melawana yohle, tseo mohlanka wa ka Moshe a ba laetseng tsona, nke ke ka hlola ke etsa hore ba tswe naheng eo ke neng ke e nee bo-ntata bona.” Manase a etsa hore ba setjhaba sa Juda le baahi ba Jerusalema ba etse sebe, le hore ba etse bobe bo fetang ba ditjhaba tseo Morena a neng a di timetse mahlong a bana ba Iseraele. Morena a bua ho Manase le ho setjhaba sa hae, empa ba se ke ba mo mamela. Ka baka leo, Morena a romela balaodi ba mabotho a kgosi ya Asiria, ba thopa Manase, ba mo kenya kgwathatha, ba mo tlama ka mahlaahlela a lethose, ba mo isa Babilona. Eitse ha Manase a le ditlokotsing, a batla Morena Modimo wa hae, a ikokobetsa haholo kapele ho Modimo wa bo-ntatae. A mo rapela, mme Modimo a rapeleha, a mamela thapelo ya hae, a mo kgutlisetsa Jerusalema, mmusong wa hae. Jwale Manase a tseba hore Morena ke yena Modimo. Kamora tsena Manase a haha lerako le potapotang Motse wa Davida kantle, a le haha ka kgohlong, ka bophirimela ho Gihone, la ya fihla Kgorong ya Ditlhapi, la teela Ofele hare, la phahama haholo. Metseng yohle e haheleditsweng ya naha ya Juda a bea balaodi ba mabotho. A tlosa medimo ya baditjhaba, le ditshwantsho tse betlilweng tsa medimo ya bohata ka Tempeleng ya Morena. A heletsa le dialetare tsohle tseo a neng a di hahile thabeng eo Tempele ya Morena e neng e hahilwe ho yona, le Jerusalema; a di lahlela kantle ho motse. A tsosa aletare ya Morena, mme hodima yona a etsetsa dinyehelo tsa teboho. Yaba Manase o laela ba morabe wa Juda hore ba sebeletse Morena Modimo wa Iseraele. Leha setjhaba se ne se ntse se etsetsa mahlabelo dibakeng tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, empa se ne se a etsetsa Morena Modimo wa sona. Diketso tse ding tsa Manase, le thapelo eo a neng a rapele Modimo wa hae ka yona, le dipolelo tsa baporofeta ba neng ba romilwe ke Morena Modimo wa Iseraele, di ngotswe Bukeng ya Dikgosi tsa Iseraele. Le thapelo ya hae, le kamoo Modimo a ileng a mo mamela kateng, le dibe tsa hae tsohle, le ho se tshepahale ha hae, le dibaka tseo a ileng a haha dibaka tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, a ba a hloma ditshwantsho tsa Ashera, le ditshwantsho tse betlilweng, pele a ikokobetsa, tsena tsohle di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Baporofeta. Manase a shwa, mme ba mo epela ka tlung ya hae. Amona, mora wa hae, a mo hlahlama. Amona o ne a ena le dilemo tse mashome a mabedi a metso e mmedi ha a qala ho busa. A busa ka dilemo tse pedi, a le Jerusalema, empa a etsa bobe mahlong a Morena, jwalokaha Manase, ntatae, a ile a etsa. Ditshwantsho tsohle tse betlilweng, tseo Manase, ntatae, a neng a ile a di etsa, Amona a di etsetsa mahlabelo, mme a di sebeletsa. Ha a a ka a ikokobetsa kapele ho Morena, jwalokaha Manase, ntatae, a ile a ikokobetsa. Amona a nna a eketsa molato wa hae. Yaba bahlanka ba hae ba a mo rera, ba mmolaela ka tlung ya hae. Empa setjhaba sa naha eo sa bolaya bohle ba ileng ba rera Amona, mme sa bea Josiya, mora wa hae, hore e be kgosi. Josiya o ne a ena le dilemo tse robedi ha a qala ho busa. A busa ka dilemo tse mashome a mararo a motso o mong, a le Jerusalema. A kgahlisa Morena, a tsamaya mehlaleng yohle ya Davida, ntataemoholo, a se ke a kgeloha. Ka selemo sa borobedi sa puso ya hae, Josiya a qala ho sebeletsa Modimo wa Davida, ntataemoholo, le hoja a ne a sa le monyenyane. Ka selemo sa leshome le metso e mmedi a qala ho hlwekisa Juda le Jerusalema, ka ho fedisa dibaka tsa bona, tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, le ka ho fedisa ditshwantsho tsa Ashera, le ditshwantsho tse betlilweng, le ditshwantsho tse bopilweng. A thua dialetare tsa bo-Baale, a heletsa le ditshwantsho tsa medimo ya bohata, tse neng di le kahodimo ho tsona. A senya ditshwantsho tsa Ashera, le ditshwantsho tse betlilweng, le ditshwantsho tse bopilweng. Tsena a di silakanya, a di etsa thuethue, mme a e qhalla hodima mabitla a batho ba neng ba di etsetsa mahlabelo. A tjhesetsa masapo a baprista hodima dialetare tsa bona, mme a hlwekisa Juda le Jerusalema. A etsa jwalo metseng ya ba morabe wa Manase, le wa Efraime, le wa Simeone, ho ya fihla ho wa Nafthali, le masuping a e potapotileng. Ha a se a heleditse dialetare, a sentse le ditshwantsho tsa Ashera, a silakantse le ditshwantsho tse betlilweng, a robakile le ditshwantsho tsohle tsa medimo ya bohata naheng yohle ya Iseraele, yaba o kgutlela Jerusalema. Ka selemo sa mashome a mabedi sa puso ya Josiya, ha a se a hlwekisitse naha le Tempele, a roma Shafane, mora wa Asaleya, le Maasiya, mookamedi wa motse, le Jowa, mora wa Jowakase, e leng mongodi wa diketsahalo, ho lokisa Tempele ya Morena Modimo wa hae. Ha ba fihla ho Hilekiya, Moprista e Moholo, ba mo nea tjhelete e neng e tlisitswe Tempeleng ya Morena, eo Balevi ba neng ba lebela monyako ba ileng ba e bokella ho ba morabe wa Manase, le wa Efraime, le ho masalla wohle a Iseraele, le ho bohle ba morabe wa Juda, le ba morabe wa Benjamine, le ho baahi ba Jerusalema. Tjhelete ena ba e nea basebetsi ba neng ba hlokomela Tempele ya Morena, mme bao ba e nea basebetsi ba neng ba lokisa le ho ntjhafatsa Tempele ya Morena. Ba e nea le dibetli tsa mapolanka, le dihahi, hore di reke majwe a betlilweng, le difate tse tla etsa dibalaka, le maballo a matlo ao dikgosi tsa Juda di ileng tsa a tlohella hore a senyehe. Banna bao ba etsa mosebetsi ka botshepehi. Ba ne ba okametswe ke Jahate le Obadiya, bao e neng e le Balevi ba bara ba Merari, le Sekariya le Meshulame, ba bara ba Kohate. Balevi ba neng ba ena le tsebo ya diletsa, ba ne ba hlokomela ba thothang thepa, ba okametse le ba etsang mesebetsi yohle. Balevi ba bang e ne e le bangodi, le baboloki ba dibuka, le balebedi ba menyako. Ha ba ntsha tjhelete e neng e tlisitswe ka Tempeleng ya Morena, moprista Hilekiya a fumana Buka ya Molao wa Morena, e neng e ngotswe ke Moshe. Hilekiya a bua le Shafane, eo e neng e le mongodi, a re: “Ke fumane Buka ya Molao ka Tempeleng ya Morena!” Hilekiya a nea Shafane buka eo. Shafane a isa buka eo ho kgosi, a ba a bolella kgosi, a re: “Bahlanka ba hao ba entse tsohle tseo o ba laetseng tsona. Ba ntshitse tlhelete e neng e le ka Tempeleng ya Morena, mme ba e neile baokamedi le basebetsi.” Shafane eo e neng e le mongodi, a bolella kgosi, a re: “Moprista Hilekiya o nneile buka ena.” Yaba Shafane o e balla kgosi. Eitse hoba kgosi e utlwe mantswe a tswang Bukeng ena ya Molao, ya hahola diaparo tsa yona, ya laela Hilekiya, le Ahikama, mora wa Shafane, le Abadone, mora wa Mmika, le Shafane eo e neng e le mongodi, le Asaya, mohlanka wa kgosi, ya re: “Tsamayang, le yo mpotsetsa Morena, le botsetse le masalla a Iseraele, le a setjhaba sa Juda, mabapi le mantswe a tswang bukeng ena e fumanweng. Kgalefo eo Morena a re halefetseng ka yona e a tlokoma, hobane bo-ntata rona ha ba a ka ba mamela mantswe a Morena ka ho se phethe tsohle tse ngotsweng bukeng ena.” Jwale Hilekiya le bao kgosi e ba kgethileng, ba ya ho Huleda, moporofeta wa mosadi, mohatsa Shalome, mora wa Tikefa, setloholo sa Hasera, molebedi wa diaparo. Moporofeta eo o ne a ahile karolong e ntjha ya Jerusalema. Ba fihla ba buisana le yena ka taba ena. Moporofeta a re ho bona: “Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena: Bolellang monna ya le rommeng ho nna, le re: Morena o re: Ke tla dihela sebaka sena le baahi ba sona koduwa, le dithohako tsohle tse ngotsweng bukeng eo ba ileng ba e balla kgosi ya Juda. Ba mphuraletse, mme ba tjheseditse medimo e meng mokubetso, ba nkgalefisa ka mesebetsi yohle ya bona. Ka baka leo, kgalefo ya ka e tla tlokomela sebaka sena, mme e ke ke ya tingwa. Empa kgosi ya Juda, e le rometseng ho tla e botsetsa Morena, le tle le e bolelle, le re: Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena, malebana le mantswe ao o a utlwileng. Ka baka la hobane pelo ya hao e bile bonolo, wa ikokobeletsa Modimo, ha o utlwa tsa hae tseo a di buileng ka sebaka sena le baahi ba sona, wa ikokobeletsa nna, wa hahola diaparo tsa hao, wa ntshela ka dikgapha, le nna ke utlwile thapelo ya hao, ho rialo Morena. Ka baka leo, ke tla o isa ho bo-ntatao, o phomole lebitleng la hao ka kgotso. O ke ke wa bona koduwa eo ke tla e dihela hodima sebaka sena le baahi ba sona. ” Yaba ba isetsa kgosi ditaba tsena. Kgosi ya roma maqosa ho e memela baholo bohle ba Juda le ba Jerusalema. Yaba kgosi e nyolohela Tempeleng ya Morena, e ena le banna bohle ba Juda, le baahi ba Jerusalema, le baprista, le Balevi, le setjhaba sohle sa ba baholo le ba banyenyane. Moo ba ntseng ba utlwa, kgosi ya ba balla mantswe wohle a buka ya selekane, e ileng ya fumanwa ka Tempeleng ya Morena. Kgosi ya ema ditulong tsa yona, ya etsa selekane kapele ho Morena, ya re e tla latela Morena, e boloke ditaelo tsa hae, le ditemoso tsa hae, le melao ya hae, ka pelo ya yona yohle, le ka moya wa yona wohle, ho phethisa mantswe a selekane, a ngotsweng bukeng ena. Ya laela hore bohle ba Jerusalema, le ba Benjamine, ba itlame ka selekane sena. Baahi ba Jerusalema ba etsa hona, ho ya ka selekane sa Modimo, Modimo wa bo-ntata bona. Yaba Josiya o tlosa manyala wohle dinaheng tsohle tseo e neng e le tsa bana ba Iseraele. A etsa hore bohle ba fumanwang naheng ya Iseraele ba sebeletse Morena Modimo wa bona. Nakong yohle ya ho phela ha Josiya, ha ba a ka ba kgeloha, ba ile ba latela Morena Modimo wa bo-ntata bona. Josiya a etsetsa Morena mokete wa Paseka, Jerusalema. Ka letsatsi la leshome le metso e mene la kgwedi ya pele, ba hlaba konyana ya Paseka. A busetsa baprista ditulong tsa bona, a ba kgothaletsa tshebeletso ya Tempele ya Morena. A re ho Balevi ba neng ba ruta Iseraele yohle, ba neng ba halaleleditswe Morena: “Beang areka e halalelang ka Tempeleng eo Solomone, mora wa Davida, kgosi ya Iseraele, a neng a e hahe; le se ke la hlola le sa e jara ka mahetla a lona. Jwale sebeletsang Morena Modimo wa lona, le setjhaba sa hae sa Iseraele. Le itlhophe ho ya ka malapa a bo-ntata lona, le ho ya ka dihlopha tsa lona, kamoo Davida, kgosi ya Iseraele, le Solomone, mora wa hae, ba ngotseng kateng. “Le eme Sehalalelong, ho ya ka dihlopha tsa malapa a bana babo lona, ho ya ka bo-ntata bona, bao e leng batho feela setjhabeng, mme sehlopha ka seng se be le wa lelapa la Balevi. Le hlabe konyana ya Paseka, le ikgalaletse, le lokisetse le bana babo lona, ho ya ka taelo ya Morena eo a neng a e etse ho Moshe.” Josiya a nea setjhaba mehlape ya dikonyana le ya dipotsanyane e etsang dikete tse mashome a mararo, le dipohwana tse dikete tse tharo tse tswang mehlapeng ya kgosi. E ne e le nyehelo ya Paseka, ya bohle ba neng ba le teng. Mahosana a hae a ntsha nyehelo ya boithaopo, e le ya setjhaba le ya baprista, le ya Balevi. Baokamedi ba Tempele ya Modimo, e leng Hilekiya, le Sekariya, le Jehiele, ba nea baprista dikgutshwane tsa Paseka tse dikete tse pedi le makgolo a tsheletseng, le dipohwana tse makgolo a mararo. Le bo-Konaniya, mmoho le bana babo, bo-Shemaya le Netanele, le dihlooho tsa Balevi, e leng Hashabiya, le Jeiele, le Josabada, ba nea Balevi dikgutshwane tsa Paseka tse dikete tse hlano, le dipohwana tse makgolo a tse mahlano. Tshebeletso ya hlopheha, baprista ba ema ditulong tsa bona, le Balevi ka dihlopha tsa bona, ho ya ka taelo ya kgosi. Ba hlaba konyana ya Paseka, baprista ba fafatsa ka madi ao ba neng ba a newa ke Balevi, ha Balevi bona ba ntse ba buha tse hlabilweng. Ba bea dinyehelo tsa setjheso kathoko, e le hore ba tle ba di abe ho ya ka dihlopha tsa malapa a setjhaba, le sona se tle se nyehelle Morena, jwalokaha ho ngotswe Bukeng ya Moshe. Ba etsa jwalo le ka dipohwana. Ba besa dikgutshwane tse hlabetsweng Paseka ho ya ka taelo; dinyehelo tse halalelang tsona ba di pheha ka dipitsa, le ka diketlele, le ka dipane, ba nto di abela setjhaba ka potlako. Kamora moo, ba itokisetsa dijo tsa Paseka, ba lokisetsa le baprista, hobane baprista, e leng ditloholo tsa Arone, ba ne ba ntse ba etsa dinyehelo tsa setjheso, le tsa mafura, ho fihlela e eba bosiu. Ka baka leo, Balevi ba itokisetsa dijo tsa Paseka, ba lokisetsa le baprista, e leng ditloholo tsa Arone. Dibini, e leng ditloholo tsa Asafo, di ne di le ditulong tsa tsona, ho ya ka taelo ya Davida, le ya Asafo, le ya Hemane, le ya Jedutune, senohe sa kgosi. Balebedi ba neng ba lebela monyako o mong le o mong, ba ne ba sa tshwanela ho tloha moo ba neng ba lebetse teng, hobane bana babo bona, e leng Balevi, ba ne ba ba lokisetsa dijo. Kahoo tshebeletso yohle ya Morena ya ho etsa mokete wa Paseka, le ya ho etsetsa dinyehelo tsa setjheso aletareng ya Morena, ya lokisetswa ka lona letsatsi leo, ho ya ka taelo ya kgosi Josiya. Ka yona nako eo, bana ba Iseraele ba neng ba le teng, ba etsa mokete wa Paseka le mokete wa mahobe a sa lomoswang, ka matsatsi a supileng. Ho ne ho eso ka ho eba le mokete wa Paseka o jwalo, o kileng wa eba teng naheng ya Iseraele, ho tloha mehleng ya moporofeta Samuele. Le dikgosi tsohle tsa Iseraele di ne di eso ka di etsa mokete wa Paseka o jwaloka oo Josiya a ileng a o etsa le baprista, le Balevi, le setjhaba sohle sa Juda, le Baiseraele ba neng ba le teng, le baahi ba Jerusalema. Mokete ona wa Paseka wa na wa etswa ka selemo sa leshome le metso e robedi sa puso ya Josiya. Kamora tsena tsohle, ha Josiya a se a lokisitse Tempele, Neko, kgosi ya Egepeta, a futuhela Karakemishe, haufi le Euferatese; yaba Josiya o a mo kgaoletsa. Empa Neko a romela maqosa ho Josiya, a re: “Taba ya ka le wena ke efe, wena kgosi ya Juda? Kajeno ha ke futuhele wena, empa ke futuhela lelapa leo ke lwantshanang le lona hobane Modimo o ntaetse hore ke potlake. Tlohela ho nna o kenakenana le Modimo, ya ka lehlakoreng la ka, esere a o timetsa.” Leha ho le jwalo, Josiya a hana ho kgutla, a ikgakanya, e le hore a tle a mo lwantshe. A se ke a mamela mantswe a Neko, a tswang molomong wa Modimo, a ya ka kgohlong ya Megido ho ya lwantsha Neko. Ba diqha ba fula kgosi Josiya, mme kgosi ya re ho bahlanka ba yona: “Ntloseng, hobane ke tswile kotsi e mpe!” Ka baka leo, bahlanka ba hae ba mo ntsha ka kariking ya hae ya ntwa, ba mo kenya ka ho ya bobedi eo a neng a tlile le yona, ba mo isa Jerusalema, mme a shwa. A epelwa mabitleng a bo-ntatae. Setjhaba sohle sa Juda, le baahi ba Jerusalema, ba mo llela. Jeremia a qapela Josiya kodi-ya-malla, mme ho fihlela kajeno-ya-bokajeno, dibini tsohle tsa banna le tsa basadi di ntse di bua ka Josiya ha di bina kodi-ya-malla eo, mme hona ya eba molao naheng ya Iseraele. Tsena di ngotswe Bukeng ya Kodi-ya-malla. Diketso tse ding tsa Josiya le tsa borapedi ba hae, ho ya kamoo ho ngotsweng kateng Molaong wa Morena; ke ho re diketso tsa hae, ho tloha qalong ho isa qetellong, di ngotswe Bukeng ya Dikgosi tsa Iseraele le tsa Juda. Yaba setjhaba sa naha eo se nka Jehowakase, mora wa Josiya, se mmea hore e be kgosi Jerusalema, hore a hlahlame ntatae. Jehowakase o ne a ena le dilemo tse mashome a mabedi a metso e meraro ha a qala ho busa. A busa ka kgwedi tse tharo, a le Jerusalema. Kgosi ya Egepeta ya mo tlosa setulong sa bokgosi Jerusalema; ya lefisa baahi ba naha eo silefera e etsang boima ba dikilo tse dikete tse tharo le makgolo a mane, le kgauta e etsang boima ba dikilo tse mashome a mararo a metso e mene. Kgosi ya Egepeta ya bea Eliakime, ngwanabo Jehowakase, hore e be kgosi ya Juda le ya Jerusalema. Ya mo rea lebitso la Jehoyakime. Neko a nka Jehowakase, ngwanabo Jehoyakime, a mo isa Egepeta. Jehoyakime o ne a ena le dilemo tse mashome a mabedi a metso e mehlano, ha a qala ho busa. A busa ka dilemo tse leshome le motso o mong, a le Jerusalema. A etsa bobe mahlong a Morena Modimo wa hae. Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, a mo futuhela, a mo tlama ka mahlaahlela a lethose, a mo isa Babilona. Nebukadenesare a nka le thepa ya Tempele ya Morena, a e bea ka tempeleng ya hae Babilona. Jwale diketso tse ding tsa Jehoyakime, le manyala ao a ileng a a etsa, le tseo a neng a nyatsuwa ka tsona, di ngotswe Bukeng ya Dikgosi tsa Iseraele le tsa Juda. Jehoyakine, mora wa hae, a mo hlahlama. Jehoyakine o ne a ena le dilemo tse robedi ha a qala ho busa. A busa ka kgwedi tse tharo le matsatsi a leshome, a le Jerusalema. A etsa bobe mahlong a Morena. Ha selemo se thwasa, kgosi Nebukadenesare a mo romela maqosa, a mo isa Babilona le thepa ya bohlokwa ya Tempele ya Morena, mme a bea Sedekia, ngwanabo, hore e be kgosi ya Juda le Jerusalema. Sedekiya o ne a ena le dilemo tse mashome a mabedi a motso o mong ha a qala ho busa. A busa ka dilemo tse leshome le motso o mong, a le Jerusalema. A etsa bobe mahlong a Morena Modimo wa hae. A se ke a ikokobeletsa moporofeta Jeremia, eo e neng e le molomo wa Morena. Sedekiya a fetohela kgosi Nebukadenesare, ya neng a ile a mo hlapantsha ka Modimo. Empa Sedekiya a satalatsa molala, a thatafatsa pelo ya hae, a se ke a kgutlela ho Morena Modimo wa Iseraele. Le baprista bohle ba ka sehloohong, mmoho le setjhaba, ba sitwa haholo, ba latela manyala wohle a baditjhaba, ba silafatsa Tempele ya Morena, eo a neng a e halaleditse Jerusalema. Kamehla Morena Modimo wa bo-ntata bona, o ne a romela maqosa ho bona, hobane o ne a utlwela setjhaba sa hae, le Tempele ya hae, bohloko. Empa ba soma maqosa ao a Modimo, ba nyedisa dipolelo tsa hae, ba bapala ka baporofeta ba hae, ho fihlela kgalefo ya Morena e ba tlokomela hoo ho neng ho se ho se pheko. Morena a etsa hore kgosi ya Bakalatiya e ba futuhele; ya bolaya bahlankana ka sabole, ya ba bolaela ka Sehalalelong sa Tempele. Ya se ke ya hauhela bahlankana, kapa barwetsana, kapa maqheku, kapa ba seng ba kgokgoba ke botsofadi; Morena a neelana ka bona bohle matsohong a kgosi eo. Thepa yohle ya Tempele ya Morena, e kgolo le e nyenyane, le matlotlo a Tempele ya Morena, le matlotlo a kgosi, le a mahosana a yona, tsena tsohle a di isa Babilona. Ba tjhesa Tempele ya Morena, ba heletsa marako a Jerusalema, ba tjhesa matlo wohle a matle a kgosi ka mollo, ba senya le thepa yohle ya bohlokwa. Ba ileng ba phonyoha saboleng a ba thopa, a ba isa Babilona, moo e ileng ya eba bahlanka ba hae, le ba bara ba hae, ho fihlela puso e nkwa ke Peresiya. E ne e le hore ho phethahale dipolelo tsa Morena tse neng di bolelwe ke Jeremia, ha a ne a re: “Ho fihlela dilemo tse mashome a supileng di fela, naha e tla lala ka nako yohle eo e ntseng e hloka baahi ka yona.” Ka selemo sa pele sa puso ya Siruse, kgosi ya Peresiya, Morena a susumetsa kgosi eo hore e etse phatlalatso mmusong wohle wa yona, ho tle ho phethahale polelo ya Morena eo a neng a e bolele ka Jeremia. Kgosi ya e ngola, ya re: “Siruse, kgosi ya Peresiya, o bua tjena: Morena Modimo wa mahodimo, o nneile mebuso yohle ya lefatshe, mme o ntaetse hore ke mo hahele Tempele Jerusalema, naheng ya Juda. E mong le e mong wa setjhaba sa hae, ya teng mona hara lona, ke re Morena Modimo wa hae, a ke a be le yena, mme eo a nyolohele hona teng. ” Ka selemo sa pele sa puso ya Siruse, kgosi ya Peresiya, Morena a phethahatsa polelo eo a neng a e bolele ka Jeremia. Morena a susumetsa Siruse hore a etse phatlalatso ka lengolo, mme le romelwe mmusong wohle wa hae. Kgosi ya e ngola, ya re: “Siruse, kgosi ya Peresiya, o bua tjena: Morena Modimo wa mahodimo, o nneile mebuso yohle ya lefatshe, mme o ntaetse hore ke mo hahele Tempele Jerusalema, naheng ya Juda. E mong le e mong wa setjhaba sa hae, ya teng mona hara lona, ke re Modimo wa hae a ke a be le yena, mme eo a nyolohele Jerusalema e naheng ya Juda, a yo haha Tempele ya Morena Modimo wa Iseraele. Ke yena Modimo ya leng Jerusalema. Bohle ba ntseng ba phela, hohle moo ba jakileng teng, baahi ba sebaka seo ba ke ba ba thuse ka silefera, le ka kgauta, le ka diphahlo, le ka dikgomo, le ka dimpho tsa boithaopo, tsa Tempele ya Morena, e Jerusalema. ” Jwale dihlooho tsa malapa a ba morabe wa Juda, le wa Benjamine, le baprista, le Balevi, le bohle bao Morena a neng a susumeditse meya ya bona, ba itokisetsa ho ya haha Tempele ya Morena Jerusalema. Bohle ba neng ba ahisane le bona ba ba thusa ka dintho tse entsweng ka silefera, le ka kgauta, le ka diphahlo, le ka dikgomo, le ka dintho tsa bohlokwa, ntle ho dimpho tsa boithaopo. Le kgosi Siruse a ntsha thepa yohle ya Tempele ya Morena, eo Nebukadenesare a neng a ile a e nka Jerusalema, a e bea ka tempeleng ya medimo ya hae. Tsena tsohle kgosi Siruse a di bea tlasa taolo ya Miteredate, eo e neng e le ramatlotlo; yena a di balla Sheshebasare, kgosana ya Juda. Palo ya tsona ke ena: mekeke ya kgauta e mashome a mararo, le mekeke ya silefera e sekete, le mefuta e meng ya dijana e mashome a mabedi a metso e robong, le dikotlolo tsa kgauta tse mashome a mararo, le dikotlolo tsa silefera tse makgolo a mane le leshome, le dijana tse ding tse sekete. Palo ya dintho tsena tsohle tse entsweng ka kgauta le ka silefera e ne e le dikete tse hlano le makgolo a mane. Tsena tsohle Sheshebasare a tla le tsona, ha bathopuwa ba neng ba le Babilona ba kgutlela Jerusalema. Bana ke baahi ba naha ya Juda, bao Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, a neng a ile a ba thopa, a ba isa Babilona. Jwale ba boela ba kgutlela Jerusalema le naheng ya Juda; motho ka mong a kgutlela motseng wa habo. Ba ne ba tle le Serubabele, le Jeshua, le Nehemia, le Seraya, le Reelaya, le Moredekai, le Bileshane, le Misepara, le Bigifai, le Rehume, le Baana. Palo ya banna ba setjhaba sa Iseraele ke ena: Ba lelapa la Paroshe e ne e le dikete tse pedi le lekgolo le mashome a supileng a metso e mmedi; ba lelapa la Shefatiya e le makgolo a mararo le mashome a supileng a metso e mmedi; ba lelapa la Arake e le makgolo a supileng le mashome a supileng a metso e mehlano; ba lelapa la Pahate-Moabe, e leng ditloholo tsa Jeshua le tsa Joabe, e le dikete tse pedi le makgolo a robedi le leshome le metso e mmedi; ba lelapa la Elame e le sekete le makgolo a mabedi le mashome a mahlano a metso e mene; ba lelapa la Satu e le makgolo a robong le mashome a mane a metso e mehlano; ba lelapa la Sakai e le makgolo a supileng le mashome a tsheletseng; ba lelapa la Bani e le makgolo a tsheletseng le mashome a mane a metso e mmedi; ba lelapa la Bebai e le makgolo a tsheletseng le mashome a mabedi a metso e meraro; ba lelapa la Asegade e le sekete le makgolo a mabedi le mashome a mabedi a metso e mmedi; ba lelapa la Adonikame e le makgolo a tsheletseng le mashome a tsheletseng a metso e tsheletseng; ba lelapa la Bigifai e le dikete tse pedi le mashome a mahlano a metso e tsheletseng; ba lelapa la Adine e le makgolo a mane le mashome a mahlano a metso e mene; ba lelapa la Atere, ke ho re la Hesekiya, e le mashome a robong a metso e robedi; ba lelapa la Besai e le makgolo a mararo le mashome a mabedi a metso e meraro; ba lelapa la Jora e le lekgolo le leshome le metso e mmedi; ba lelapa la Hashume e le makgolo a mabedi le mashome a mabedi a metso e meraro; ba lelapa la Gibare e le mashome a robong a metso e mehlano. Ba tswang Betlelehema e ne e le lekgolo le mashome a mabedi a metso e meraro; ba tswang Netofa e le mashome a mahlano a metso e tsheletseng; ba tswang Anatote e le lekgolo le mashome a mabedi a metso e robedi; ba tswang Asemafete e le mashome a mane a metso e mmedi; ba tswang Kiriate-Jearime, le Kefira, le Beerote e le makgolo a supileng le mashome a mane a metso e meraro; ba tswang Rama le Geba e le makgolo a tsheletseng le mashome a mabedi a motso o mong; ba tswang Mikemase e le lekgolo le mashome a mabedi a metso e mmedi; ba tswang Bethele le Ai e le makgolo a mabedi le mashome a mabedi a metso e meraro; ba tswang Nebo e le mashome a mahlano a metso e mmedi; ba tswang Makabishe e le lekgolo le mashome a mahlano a metso e tsheletseng; ba tswang Elame e nngwe e le sekete le makgolo a mabedi le mashome a mahlano a metso e mene; ba tswang Harime e le makgolo a mararo le mashome a mabedi; ba tswang Lode, le Hadide, le Ono e le makgolo a supileng le mashome a mabedi a metso e mehlano; ba tswang Jeriko e le makgolo a mararo le mashome a mane a metso e mehlano; ba tswang Senaa e le dikete tse tharo le makgolo a tsheletseng le mashome a mararo. Baprista, e leng bara ba Jedaya, wa lelapa la Jeshua, e ne e le makgolo a robong le mashome a supileng a metso e meraro; ba lelapa la Imere e le sekete le mashome a mahlano a metso e mmedi; ba lelapa la Pashahure e le sekete le makgolo a mabedi le mashome a mane a metso e supileng; ba lelapa la Harime e le sekete le leshome le metso e supileng. Balevi, e leng ditloholo tsa Jeshua le Kademiele, ba lelapa la Hodafiya, e ne e le mashome a supileng a metso e mene. Dibini, e leng ditloholo tsa Asafo, e ne e le lekgolo le mashome a mabedi a metso e robedi. Ba malapa a balebedi ba Tempele, e leng ditloholo tsa Shalome, le Atere, le Talamone, le Akube, le Hatita, le Shobai, e ne e le lekgolo le mashome a mararo a metso e robong. Basebeletsi ba Tempele e ne e le ditloholo tsa Siha, le tsa Hasufa, le tsa Tabaote, le tsa Kerose, le tsa Sia, le tsa Padone, le tsa Lebana, le tsa Hagaba, le tsa Akube, le tsa Hagabe, le tsa Salemai, le tsa Hanane, le tsa Gidele, le tsa Gahare, le tsa Reaya, le tsa Resine, le tsa Nekoda, le tsa Gasame, le tsa Usa, le tsa Paseya, le tsa Besai, le tsa Ashena, le tsa Mehunime, le tsa Nefusime, le tsa Bakabuke, le tsa Hakufa, le tsa Harehure, le tsa Basalote, le tsa Mehida, le tsa Haresha, le tsa Barakose, le tsa Sisera, le tsa Tema, le tsa Nesia, le tsa Hatifa. Ana ke malapa a bahlanka ba Solomone, e leng ditloholo tsa Sotai, le tsa Soferete, le tsa Peruda, le tsa Jaala, le tsa Darekone, le tsa Gidele, le tsa Shefatiya, le tsa Hatila, le tsa Pokerete ya tswang Sebaime, le tsa Ami. Basebeletsi ba Tempele, le ditloholo tsa bahlanka ba Solomone, e ne e le makgolo a mararo le mashome a robong a metso e mmedi. Bana bohle ke bona ba neng ba etswa Tele-Mela, le Tele-Haresha, le Kerube, le Adone, le Imere. Empa ba ile ba hloka bopaki ba hore malapa abo bona le ditloholo tsa bona ke Baiseraele. Ba lelapa la Delaya, le la Tobiya, le la Nekoda, e ne e le makgolo a tsheletseng le mashome a mahlano a metso e mmedi. Ana ke malapa a baprista, e leng ditloholo tsa Habaya, le tsa Kose, le tsa Barasilai, ya neng a nyale e mong wa baradi ba Barasilai wa Mogileade, mme a ba sa ipitsa ka lebitso la mohwe wa hae. Bana ba ile ba batla buka ya leloko la bona, hara tse ding tsa maloko, empa ba se ke ba e fumana; ka baka leo, ba ntshwa tshebeletsong ya boprista, hobane ho ne ho thwe ha ba a hlweka. Mmusi wa naha a re ba se ke ba ja dijo tse halalelang ka ho fetisisa, ho fihlela moprista a ka ba botsetsa ho Morena ka ho sebedisa majwe a Urime le Thumime. Setjhaba sohle ha se balwa se ile sa etsa dikete tse mashome a mane a metso e mmedi le makgolo a mararo le mashome a tsheletseng; ho sa balwe bahlanka le makgabunyane a bona a dikete tse supileng le makgolo a mararo le mashome a mararo a metso e supileng. Hara bona ho ne ho ena le dibini tsa banna le tsa basadi tse makgolo a mabedi. Palo ya dipere tsa bona e ne e le makgolo a supileng le mashome a mararo a metso e tsheletseng, le dimmeile tse makgolo a mabedi le mashome a mane a metso e mehlano; dikamele di le makgolo a mane le mashome a mararo a metso e mehlano, ditonki di le dikete tse tsheletseng le makgolo a supileng le mashome a mabedi. E ile yare ha batho bana ba fihla Tempeleng ya Morena e Jerusalema, ba bang ba dihlooho tsa malapa abo bona ba etsetsa Tempele ya Modimo dinyehelo tsa boithaopo, hore ba boele ba e hahe setsheng sa yona sa pele. Bakeng sa mosebetsi ona ba fana kamoo ba ka kgonang kateng, ba nea ramatlotlo kgauta e etsang boima ba dikilo tse makgolo a mahlano, le silefera e etsang boima ba dikilo tse dikete tse pedi le makgolo a robedi. Ba fana ka diaparo tsa boprista tse lekgolo. Baprista, le Balevi, le ba bang ba setjhaba, le dibini, le balebedi ba menyako, le basebeletsi ba Tempele, ba boela ba aha metseng ya bona, mme Baiseraele bohle ba aha metseng ya bona. Ka kgwedi ya bosupa, ha bana ba Iseraele ba se ba tsitsitse metseng ya bona, setjhaba sa kgobokanela Jerusalema, ka kgopolo e le nngwe. Jwale Jeshua, mora wa Josadake, a ema, a ena le bana babo, e leng baprista, le Serubabele, mora wa Shealetiele, le yena a ena le bana babo. Bana bohle ba haha aletare ya Modimo wa Iseraele, hore ba tle ba nyehelle dinyehelo tsa setjheso hodima yona, jwalokaha ho ngotswe Molaong wa Moshe, moporofeta wa Modimo. Le hoja ba ne ba tshaba ditjhaba tsa dinaha tseo, ba haha aletare setsheng sa yona sa pele, mme hodima yona ba nyehella Morena ka dinyehelo tsa setjheso, e leng dinyehelo tsa setjheso tsa hoseng le tsa mantsiboya. Ba keteka mokete wa maphephe, jwalokaha ho ngotswe Molaong. Ka letsatsi le leng le le leng ba etsa dinyehelo tsa setjheso, tse lekanang letsatsi ka leng, ho ya kamoo ho laetsweng kateng. Kamora moo ba nna ba etsa le dinyehelo tsa setjheso tse tlwaelehileng tsa mokete wa ho thwasa ha kgwedi, le tsa mekete yohle e beilweng ke Morena, e kgethehileng, le tsa dimpho tsa boithaopo tsa motho ka mong. Ho tloha ka letsatsi la pele la kgwedi ya bosupa, ba qala ho etsetsa Morena dinyehelo tsa setjheso, le hoja motheo wa Tempele ya Morena o ne o eso ralwe. Yaba ba lefa ba betlang majwe, le ba betlang mapolanka. Ba nea Basidone le Batire dijo, le dino, le ole, hore bao ba ba tlisetse difate tsa kedare, tse tswang Lebanone, ba ba isetse tsona lewatleng la Jopo, ho ya kamoo Siruse, kgosi ya Peresiya, a neng a laetse kateng. Ka kgwedi ya bobedi ya selemo sa bobedi ba fihlile Tempeleng ya Modimo Jerusalema, Serubabele, mora wa Shealetiele, le Jeshua, mora wa Josadake, le bana babo bona ba bang, e leng baprista le Balevi, le bohle ba fihlileng Jerusalema, bao e neng e le bathopuwa, ba qala mosebetsi. Ba kgetha Balevi, ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho ya hodimo, hore ba okamele mosebetsi wa ho haha Tempele ya Morena. Yaba Jeshua le bara ba hae, le bana babo, le Kademiele le bara ba hae, e leng bara ba Juda, ba okamela basebetsi ba hahang Tempele ya Modimo. Ba ne ba thuswa ke bara ba Henadade, le bana babo bona, e leng Balevi. Eitse ha dihahi di rala motheo wa Tempele ya Morena, baprista ba ema ba apere diaparo tsa bona, ba nkile diterompeta; Balevi, e leng bara ba Asafo, bona ba nkile matlheretlhere, hore ba rorise Morena, ho latela taelo ya Davida, kgosi ya Iseraele. Ba bina ba neeletsana, ka dihlopha tsa bona, ba rorisa, mme ba boka Morena, ba re: “O molemo, mohau wa hae ke wa kamehla yohle ho Baiseraele.” Setjhaba sohle, ha se rorisa Morena, sa howeletsa haholo, hobane motheo wa Tempele ya Morena o ne o radilwe. Empa baprista, le Balevi, le dihlooho tsa malapa, bao e neng e se e le maqheku, ba neng ba ile ba bona ha motheo wa Tempele ya pele o ralwa, ba lla haholo, ha ba bona ho ralwa motheo wa Tempele ena, empa ba bangata bona ba etsa ditlatse tsa thabo. Motho o ne a ke ke a kgetholla lerata la ditlatse tsa thabo ho lerata la seboko sa setjhaba, hobane setjhaba se ne se howeletsa haholo, hoo lerata la sona le neng le utlwahala hole. Eitse ha dira tsa ba morabe wa Juda le wa Benjamine di utlwela hore bao e neng e le bathopuwa ba tsosa tempele ya Morena Modimo wa Iseraele, yaba di tla ho bo-Serubabele le ho dihlooho tsa malapa, di re ho bona: “Ereng re le thuse ho haha, hobane le rona re sebeletsa Modimo wa lona jwaloka lona. Haesale re mo etsetsa mahlabelo ho tloha mohla Asare-Hadone, kgosi ya Asure, a neng a re tlisa mona.” Empa bo-Serubabele, le Jeshua, le dihlooho tsa malapa a Iseraele, ba re ho dira tseo: “Le ke ke la haha Tempele ya Modimo wa rona le rona. Ke rona feela ba tla hahela Morena Modimo wa Iseraele Tempele, jwalokaha Siruse, kgosi ya Peresiya, a re laetse.” Jwale setjhaba sa naha eo sa nyahamisa baahi ba naha ya Juda dipelo, e le hore ba tle ba tshabe ho haha. Setjhaba seo sa ntshetsa baeletsi ba kgosi tjotjo, hore ba sitise morero wa Bajuda. Hona sa ho etsa ka nako yohle ya puso ya Siruse, kgosi ya Peresiya, ho fihlela mehleng ya puso ya Dariuse, kgosi ya Peresiya. Ha Ahashuerushe a qala ho busa, bahanyetsi ba mo ngolla lengolo, leo ka lona ba qosang baahi ba naha ya Juda le ba Jerusalema. Le mehleng ya Aretaseresese, bo-Bishelame, le Miteredate, le Tabeele, le metswalle yohle ya bona, ba ngolla Aretaseresese, kgosi ya Peresiya, lengolo le ngotsweng ka ditlhaku tsa Searame, ka puo ya Searame. Bo-Rehume wa mmusisi, le Shimeshai wa mongodi, ba ngolla Aretaseresese lengolo le hanyetsang ho tsoswa ha Jerusalema. Le ne le ngotswe ke bo-Rehume wa mmusisi, le Shimeshai wa mongodi, le metswalle ya bona, le baahlodi, le maqosa, le baemedi ba dinaha, le bahlanka ba mmuso, le Baereke, le baahi ba Babilona, le baahi ba Susa, e leng Baelame, le ditjhaba tse ding tsohle, tseo Asenapare ya tumileng, ya kgabane, a neng a ile a di thopa, a di bea metseng ya Samaria, le naheng yohle e ka bophirimela ho noka ya Euferatese. Kopi ya lengolo leo ba ileng ba le ngola ke ena: “Ho kgosi Aretaseresese. “Rona, bahlanka ba hao, ba ahileng ka bophirimela ho noka ya Euferatese, re re: Kgosi a e ke e tsebe hore Bajuda ba tswang moo ho wena, ba tlileng mona ho rona, ba fihlile Jerusalema. Ba ntse ba tsosa motse ona wa mahlabaphiyo, o kgopo. Ba hahile motheo, mme ba se ba qetela ho haha marako. “Kgosi a e ke e tsebe hore haeba motse ona o ka fela wa tsoswa, mme marako a wona a phethwa, baahi ba wona ba ke ke ba hlola ba sa lefa lekgetho, le sethabathaba, le lekgetho la thepa, mme tjhelete ya kgosi e tla fokotseha. Jwale, erekaha re phela ka kgosi, mme re sa rate ho bona ha kgosi e hlomphollwa, ke ka lebaka lena re romelang kgosi molaetsa ona, hore e tsebe, e tle e fuputse dibukeng tsa diketsahalo tsa baholoholo ba yona. Etlare ha o ntse o fuputsa, o tla fumana hore motse ona ke wa mahlabaphiyo, o kotsi ho dikgosi le dinaha tsa tsona, le hore ka nako e fetileng motse ona o ile wa tsosa setsokotsane sa bohlabaphiyo, mme ke ka baka leo o ileng wa timetswa. Jwale, kgosi, re o tsebisa hore haeba motse oo o ka fela wa tsoswa, mme marako a wona a phethwa, o ke ke wa hlola o sa busa ka bophirimela ho noka ya Euferatese.” Yaba kgosi Aretaseresese o romela karabo ena ho bo-Rehume wa mmusisi, le Shimeshai wa mongodi, le ho metswalle yohle ya bona e ahileng Samaria, le ho bohle ba ahileng ka bophirimela ho noka ya Euferatese: “Kgotso! “Re baletswe lengolo la lona ka mokgwa o hlakileng. Ke laetse hore ho fuputswe, mme ho fumanwe hore ka nako e fetileng motse ona o ile wa ikgohomosetsa dikgosi, wa tsosa bohlabaphiyo le bofetohedi. Ho kile ha eba le dikgosi tse matla, tse ileng tsa busa Jerusalema le naha yohle e ka bophirimela ho noka ya Euferatese. Di ne di ntshetswa lekgetho, le sethabathaba, le lekgetho la thepa. Laelang batho bao hore ba kgaotse, motse oo o se ke wa tsoswa, ho fihlela nna nka etsa taelo. Hlokomelang, le se ke la fosa taelo ena, esere bobe bona ba tota, mme ba hlahisetsa dikgosi kotsi!” Hoba lengolo lena la kgosi Aretaseresese le ballwe bo-Rehume, le Shimeshai wa mongodi, le metswalle ya bona, yaba ba potlakela Jerusalema ho Bajuda, ba fihla ba thibela mosebetsi wa bona ka dikgoka, le ka ho ba kgahlapetsa. Mosebetsi wa ho haha Tempele ya Morena Jerusalema, wa kgaotsa. Wa kgaotsa jwalo ho fihlela ka selemo sa bobedi sa puso ya Dariuse, kgosi ya Peresiya. Baporofeta, e leng Hagai le Sakariya, mora wa Ido, ba porofetela Bajuda ba neng ba ahile naheng ya Juda le Jerusalema; ba ba porofetela ka lebitso la Modimo wa Iseraele ya ba okametseng. Yaba bo-Serubabele, mora wa Shealetiele, le Jeshua, mora wa Josadake, ba a ema, ba qala ho haha Tempele ya Morena, Jerusalema. Baporofeta ba Modimo ba ne ba ena le bona, ba ba thusa. Ka yona nako eo, bo-Tatenai, mmusisi wa naha e ka bophirimela ho noka ya Euferatese, le Shetare-Bosenai, le metswalle ya bona, ba fihla ho bo-Serubabele, ba re ho bona: “Ke mang ya le laetseng ho haha Tempele ee, le ho qetela lerako lee?” Ba boela ba re ho bona: “Banna ba ntseng ba haha mohaho oo ke bo-mang?” Empa Modimo wa bona o ne a ntse a tadimile baholo ba Bajuda, mme bahanyetsi ba ne ba ke ke ba ba thibela ho haha, ho fihlela ha ho tsebisitswe Dariuse, mme yena a arabile ka lengolo. Bo-Tatenai ba ngola lengolo malebana le taba ena. Lengolo leo bo-Tatenai, mmusisi wa naha e ka bophirimela ho noka ya Euferatese, le Shetare-Bosenai, le metswalle ya bona, e leng bahlanka ba mmuso ba neng ba le ka bophirimela ho noka ya Euferatese, ba ileng ba le ngola, ke lena: Lengolo lena le neng le rometswe ho kgosi le ne le re: “Kgotso yohle e be le kgosi Dariuse! “Kgosi e ke e tsebe hore re ile ra ya naheng ya Juda, Tempeleng ya Modimo e moholo. Tempele eo e ntse e hahwa ka majwe a maholo, mme maboteng a yona ho ntse ho manehwa mapolanka. Mosebetsi oo o etswa ka makgethe, mme o a atleha. “Re ile ra botsa baholo bao, ra re ho bona: Ke mang ya le laetseng ho haha Tempele ee, le ho qetela marako aa?>*** Re ile ra ba botsa le mabitso a bona, e le hore re ngole mabitso a baetapele bao ba bona, re tle re o tsebise. “Bona ba re araba tjena, ba re: Rona re bahlanka ba Modimo wa lehodimo le wa lefatshe. Re tsosa Tempele e neng e hahwe mehleng ya kgale, ya hahwa ke kgosi e tumileng ya Iseraele, ya ba ya e phetha. Kahobane bo-ntata rona ba ne ba halefise Modimo wa mahodimo, o ile a neelana ka bona matsohong a Nebukadenesare wa Mokalatiya, kgosi ya Babilona, ya ileng a senya Tempele ena, mme a thopa setjhaba, a se isa Babilona. “ Empa ka selemo sa pele sa puso ya hae, Siruse, kgosi ya Babilona, o ile a laela hore ho hahwe Tempele ena ya Modimo. Thepa e entsweng ka silefera, le e entsweng ka kgauta, e neng e le ka Tempeleng ya Modimo, eo Nebukadenesare a neng a e nke ka Tempeleng a neng e le Jerusalema, a e isa tempeleng ya Babilona, yona thepa eo, kgosi Siruse o ile a e ntsha ka tempeleng ya Babilona, a e nea monna ya bitswang Sheshebasare, eo a neng a mmeile hore e be mmusisi. Siruse a ba a re ho yena: “Nka thepa ena, o tsamaye, o yo e bea ka Tempeleng e Jerusalema, mme o hlokomele hore Tempele ya Modimo e hahwe setsheng sa yona sa pele!” “ Jwale Sheshebasare eo o ile a fihla, a rala motheo wa Tempele ya Modimo e Jerusalema. Ho tloha mohlang oo, ho fihlela kajeno, haesale e ntse e hahuwa, empa ha e eso fele. “ Ka baka lena, haeba kgosi e ka kgahlwa, a ho ke ho fuputswe ka tlung ya kgosi, eo ho bolokwang matlotlo ka ho yona, hore na ho fela ho le jwalo, hore kgosi Siruse o kile a laela hore ho hahwe Tempele ya Modimo, Jerusalema. A re ke re tsebiswe seo kgosi e ratang hore se etswe tabeng ena. ” Kgosi Dariuse a laela hore ho fuputswe ka tlung ya dibuka e Babilona, eo ho bolokwang matlotlo ka ho yona. Motseng wa Ahemeta, ka tlung ya kgosi e naheng ya Bamede, ha fumanwa lengolo. Ho lona ho ne ho ngotswe tjena: “Ka selemo sa pele sa puso ya hae, kgosi Siruse a etsa taelo malebana le Tempele ya Modimo e Jerusalema. Taelo eo e ne e re: Ho hahwe Tempele, e leng sebaka seo ho tla nyehellwa mahlabelo ho sona, mme metheo ya yona e tiye. Bophahamo ba yona e be dimethara tse mashome a mabedi a metso e supileng, bophara ba yona e be dimethara tse mashome a mabedi a metso e supileng. Mabota a be le mela e meraro ya majwe, le mola wa mapolanka a entsweng ka difate tse ntjha. Ditshenyehelo tsa teng di ntshwe letloleng la kgosi. Thepa ya Tempele ya Modimo, e entsweng ka kgauta, le e entsweng ka silefera, eo Nebukadenesare a neng a e nke ka Tempeleng e Jerusalema, a e isa Babilona, e kgulisetswe Tempeleng e Jerusalema, e bewe ditulong tsa yona, ka Tempeleng ya Modimo. ” Yaba Dariuse o ba araba ka lengolo, o re: “Jwale wena Tatenai, mmusisi wa naha e ka bophirimela ho noka ya Euferatese, le wena Shetare-Bosenai, le metswalle ya lona, e leng bahlanka ba mmuso, ba ka bophirimela ho noka ya Euferatese, le emelle thoko. Le se ke la nna la kenakenana le mosebetsi wa Tempele ya Modimo. Tlohelang mmusisi wa Bajuda le baholo ba Bajuda ba hahe Tempele ena ya Modimo setsheng sa yona. “Hape ke le laela seo le tshwanetseng ho se etsetsa baholo ba Bajuda, malebana le ho hahwa ha Tempele ena ya Modimo. “Ditshenyehelo tsa bona di ntshwe letloleng la kgosi, e leng lekgethong le tswang ho baahi ba naha e ka bophirimela ho noka ya Euferatese, e le hore mosebetsi o se ke wa kgaotsa. Le se ke be la fosa: Ka letsatsi le leng le le leng le ba nee tseo ba di hlokang, e leng dipohwana, le dipheleu, le dikonyana tsa ho etsetsa Modimo wa mahodimo dinyehelo tsa setjheso; le ba nee le koro, le letswai, le veine, le ole ho ya kamoo baprista ba Jerusalema ba kopang kateng, e le hore ba tle ba etsetse Modimo wa mahodimo mahlabelo a monko o monate, mme ba tsebe ho rapella kgosi le bara ba yona. “Ho feta moo, ke le laela hore mang kapa mang ya tla fetola taelo ena, ho rutlwe balaka ya ntlo ya hae, a totomelwe ho yona, a thakgiswe ho yona, a leketle, mme ntlo ya hae e fetohe qubu ya moitedi. Modimo ya kgethileng Jerusalema hore a kgumamellwe teng, a ke a timetse dikgosi tsohle, le ditjhaba tsohle, tse tla kenya letsoho ho fetola kapa ho senya Tempele ena ya Modimo, e Jerusalema. “Ya laelang jwalo ke nna, Dariuse. Taelo ena e phethwe ka ho tlala.” Yaba bo-Tatenai, mmusisi wa naha e ka bophirimela ho noka ya Euferatese, le Shetare-Bosenai, le metswalle ya bona, ba phetha ka ho tlala tsohle tseo kgosi Dariuse a ba laetseng tsona. Baholo ba Bajuda ba nna ba tswela pele ho haha, mme ba atleha ho ya kamoo bo-moporofeta Hagai le Sakariya, mora wa Ido, ba neng ba ba kgothatsa kateng. Ba haha Tempele, ba ba ba e qeta, ho ya ka taelo ya Modimo wa Iseraele, le ho ya ka ditaelo tsa Siruse, le Dariuse, le Aretaseresese, dikgosi tsa Peresiya. Ka letsatsi la boraro la kgwedi ya Hlakubele, e leng ka selemo sa botshelela sa puso ya kgosi Dariuse, Tempele ena ya qetwa ho hahuwa. Bana ba Iseraele, le baprista, le Balevi, le bohle ba neng ba thopilwe, ba keteka mokete wa ho kgakola Tempele ya Modimo ka thabo. Moketeng ona wa ho kgakola Tempele ya Modimo, ba ile ba nyehela ka dipohwana tse lekgolo, le ka dipheleu tse makgolo a mabedi, le ka dikonyana tse makgolo a mane. Bakeng sa nyehelo e tlosang sebe sa Baiseraele bohle, ba nyehela ka diphooko tse leshome le metso e mmedi, ho latela palo ya merabe ya Iseraele. Ba hlophisa baprista ho ya ka dihlopha tsa bona, le Balevi ho ya ka mesebetsi ya bona, bakeng sa tshebeletso ya Modimo Jerusalema, jwalokaha ho ngotswe Bukeng ya Moshe. Ka letsatsi la leshome le metso e mene la kgwedi ya pele, ba neng ba thopilwe ba etsa mokete wa Paseka. Baprista le Balevi ba itlhwekisa kaofela, mme bohle ba hlweka. Balevi ba hlaba konyana ya Paseka, ba e hlabela bohle ba neng ba thopilwe, le bana babo bona, e leng baprista, mme le bona ba itlhabela yona. Paseka ya jewa ke bana ba Iseraele ba neng ba thopilwe, le ba ileng ba ikgaohanya le manyala a baditjhaba, hore ba sebeletse Morena Modimo wa Iseraele. Ba keteka mokete wa mahobe a sa lomoswang ka matsatsi a supileng, ba o keteka ka thabo. Morena o ne a ba thabisitse, a entse hore kgosi ya Asure e ba rate, e ba thuse ho haha Tempele ya Modimo, Modimo wa Iseraele. Kamora tsena, mehleng ya puso ya Aretaseresese, kgosi ya Peresiya, ho ne ho ena le monna ya bitswang Esera, ya tswetsweng ke Seraya, Seraya ya tswetsweng ke Asariya, Asariya ya tswetsweng ke Hilekiya, Hilekiya ya tswetsweng ke Shalome, Shalome ya tswetsweng ke Sadoke, Sadoke ya tswetsweng ke Ahitube, Ahitube ya tswetsweng ke Amariya, Amariya ya tswetsweng ke Asariya, Asariya ya tswetsweng ke Meraote, Meraote ya tswetsweng ke Seraya, Seraya ya tswetsweng ke Usi, Usi ya tswetsweng ke Buki, Buki ya tswetsweng ke Abishua, Abishua ya tswetsweng ke Finease, Finease ya tswetsweng ke Eleasare, Eleasare ya tswetsweng ke Moprista e Moholo Arone. Esera enwa ke yena ya ileng a nyoloha Babilona. E ne e le setsebi sa Molao wa Moshe, oo Morena Modimo wa Iseraele, a ileng a fana ka wona. Kahobane Morena Modimo wa hae, a ne a mo hlohonolofaditse, kgosi Aretaseresese a mo nea tsohle tseo a neng a di kopa. Ka selemo sa bosupa sa puso ya kgosi Aretaseresese, ba bang ba bana ba Iseraele, le baprista, le Balevi, le dibini, le balebedi ba menyako, le basebeletsi ba Tempele, le bona ba nyolohela Jerusalema. Ka kgwedi ya bohlano ya selemo sa bosupa sa puso ya kgosi Aretaseresese, Esera a fihla Jerusalema. O ne a ile a tloha Babilona ka letsatsi la pele la kgwedi ya pele, mme ka letsatsi la pele la kgwedi ya bohlano, a fihla Jerusalema, hobane Morena Modimo wa hae, o ne a mo hlohonolofaditse. Esera o ne a ithutile Molao wa Morena, a o phetha, a ruta Baiseraele melao le ditaelo tsa Morena. Lena ke lengolo leo kgosi Aretaseresese a ileng a le nea Esera eo e neng e le moprista le Setsebi sa Molao, e bile e le setsebi sa dipolelo tsa melao ya Morena, le ditaelo tseo Morena a di neileng Baiseraele: “Le tswa ho Aretaseresese, kgosi ya dikgosi, le ya ho moprista Esera, Setsebi sa Molao wa Modimo wa mahodimo: Kgotso e be le wena! “Mona ke etsa taelo ya hore ofe kapa ofe wa setjhaba sa Iseraele, mmoho le baprista ba sona, le Balevi, ya pusong ya ka, ya ithaopelang ho nyolohela Jerusalema, a tsamaye le wena. O rometswe ke kgosi le baeletsi ba yona ba supileng, ho ya fuputsa ditaba tsa Juda le tsa Jerusalema, mabapa le Molao wa Modimo wa hao, o letsohong la hao. O nke le silefera le kgauta, eo ka yona kgosi le baeletsi ba yona ba etsetsang Modimo wa Iseraele, eo Tempele ya hae e leng Jerusalema, mpho ya boithaopo. O be o nke le silefera yohle, le kgauta yohle, eo o ka e fumanang naheng yohle ya Babilona, mmoho le dimpho tsa boithaopo tsa setjhaba, le tsa baprista, tse etsetswang Tempele ya Morena Modimo wa bona, e Jerusalema. “Ka tjhelete ena o hlokomele hore o reke dipohwana, le dipheleu, le dikonyana, mmoho le dinyehelo tsa tsona tsa dijo, le dinyehelo tsa tsona tsa dino, mme ka tsena o etsetse nyehelo hodima aletare ya Tempele ya Morena Modimo wa hao, e Jerusalema. “Ka silefera le kgauta e tla sala, wena le bana beno le etse ka yona seo le bonang se le molemo, ho phetha thato ya Modimo wa lona. Le thepa eo o e filweng, ya ho sebeletsa ka Tempeleng ya Modimo wa hao, o neelane ka yona ho Modimo wa Jerusalema. Dintho tse ding, tse ka hlokwang bakeng sa Tempele ya Modimo wa hao, tseo o lokelang ho fana ka tsona, o di nke letloleng la matlotlo a kgosi. “Nna, kgosi Aretaseresese, ke etsa taelo ho baboloki bohle ba matlotlo, ba ka bophirimela ho noka ya Euferatese, hore tsohle tseo moprista Esera, setsebi sa Molao wa Modimo wa mahodimo, a tla di kopa ho bona, ba mo nee tsona ntle ho tikatiko. Ba mo nee silefera e sa feteng boima ba dikilo tse dikete tse tharo le makgolo a mane, le koro e sa feteng boima ba dikilo tse dikete tse leshome, le dilethara tsa veine tse sa feteng dikete tse pedi, le dilethara tsa ole ya mohlwaare tsa sa feteng dikete tse pedi, le letswai le lengata hoo le ke keng la lekanngwa. Tsohle tseo Modimo wa mahodimo a laetseng hore di etswe, di etsetswe Tempele ya Modimo wa mahodimo ka hloko, esere Modimo a halefela kgosi le bara ba yona. Hape re le tsebisa hore malebana le baprista, le Balevi, le dibini, le balebedi ba menyako, le basebeletsi ba Tempele, kapa basebeletsi ba bang ba Tempele ya Modimo, molao ha o dumelle hore ba ntshiswe lekgetho, kapa sethabathaba, kapa lekgetho la thepa ya kgwebo. “Jwale wena, Esera, ho ya ka bohlale boo Modimo wa hao a o neileng bona, o kgethe babusi, le baahlodi, hore ba tle ba ahlolele batho bohle ba ka bophirimela ho noka ya Euferatese, e leng bohle ba tsebang Molao wa Modimo. Ba sa o tsebeng, o ba rute wona. Mang kapa mang ya sa phetheng Molao wa Modimo wa hao, le molao wa kgosi, a fele a ahlolwe; e ka ba ka ho mo ahlolela lefu, kapa ka ho mo falatsa, kapa ka ho mo ja thepa, kapa ka ho mo kenya tjhankaneng.” Yaba Esera o re: “Ho bokwe Morena Modimo wa bo-ntata rona, ya rutileng kgosi hore e lakatse ho kgabisa Tempele ya Morena e Jerusalema, ya entseng hore ke hauhelwe ke kgosi, le baeletsi ba yona, le mahosana wohle a yona, a matla. Ke ile ka matlafala, hobane Morena Modimo wa ka, o ile a ntlhohonolofatsa, mme ka bokella banna ba Iseraele ba ka sehloohong, ba nyoloha le nna.” Bana ke tsona dihlooho tsa malapa a bo-ntata bona, e leng lenane la meloko ya ba ileng ba kgutla Babilona, ba ena le nna, Esera, mehleng ya puso ya kgosi Aretaseresese. Ho ba lelapa la Finease ke Gereshome, ho ba lelapa la Itamare ke Daniele, ho ba lelapa la Davida ke Hatushe. Ho ba lelapa la Shekaniya, e leng ditloholo tsa Paroshe, ke Sekariya, eo ba batona, ba leloko la hae, e neng e le lekgolo le mashome a mahlano. Ho ba lelapa la Pahate-Moabe ke Eleunai, mora wa Seraya, ya neng a ena le ba batona ba makgolo a mabedi. Ho ba lelapa la Satu ke Shekaniya, mora wa Jahasiele, ya neng a ena le ba batona ba makgolo a mararo. Ho ba lelapa la Adine ke Ebede, mora wa Jonathane, ya neng a ena le ba batona ba mashome a mahlano. Ho ba lelapa la Elame ke Jeshaya wa Ateleya, ya neng a ena le ba batona ba mashome a supileng. Ho ba lelapa la Shefatiya ke Sebadiya, mora wa Mikaele, ya neng a ena le ba batona ba mashome a robedi. Ho ba lelapa la Joabe ke Obadiya, mora wa Jehiele, ya neng a ena le ba batona ba makgolo a mabedi le leshome le metso e robedi. Ho ba lelapa la Bani ke Shelomite, mora wa Josefiya, ya neng a ena le ba batona ba lekgolo le mashome a tsheletseng. Ho ba lelapa la Bebai ke Sekariya, mora wa Bebai, ya neng a ena le ba batona ba mashome a mabedi a metso e robedi. Ho ba lelapa la Asegade ke Johanane, mora wa Hakatane, ya neng a ena le ba batona ba lekgolo le leshome. Ho ba lelapa la ho qetela la Adonikame, ba ho qetela ke Elefelede, le Jeuele, le Shemaya, ba neng ba ena le ba batona ba mashome a tsheletseng. Ho ba lelapa la Bigifai ke Utai, le Sabude, ba neng ba ena le ba batona ba mashome a supileng. Ka ba kgobokanyetsa bohle pela noka e fetang Ahafa. Ra hlola moo ka matsatsi a mararo, re le ka ditenteng. Ka hlahloba setjhaba, le baprista, mme hara bona ka fumana ho se le ya mong wa bara ba Levi. Yaba ke romela hore ho bitswe bo-Eleesere, le Ariele, le Shemaya, le Elenatane, le Jaribe, le Elenatane, le Nathane, le Sekariya, le Meshulame, e leng banna ba ka sehloohong, le Joyaribe, le Elenatane, bao e neng e le banna ba bohlale. Ka ba romela ho Ido, mmusisi wa sebaka se bitswang Kasipia, ka ba laela seo ba tshwanetseng ho se bolella Ido, le bana babo, e leng basebeletsi ba Tempele, ba sebakeng sona seo sa Kasipia, hore ba re tlisetse basebeletsi ba Tempele ya Modimo wa rona. Ka lehlohonolo le tswang ho Modimo wa rona, ba re romela Sherebiya, monna ya nang le kutlwisiso, e leng e mong wa bara ba Mahadi, mora wa Levi, setloholo sa Iseraele. O ne a ena le bara ba hae, le bana babo, kaofela ba le leshome le metso e robedi, le Hashabiya, a ena le Jeshaya, e leng e mong wa bara ba Merari, le bana babo, le bara ba hae, kaofela ba le mashome a mabedi. Ba ba romela le basebeletsi ba Tempele, bao bo-Davida le mahosana ba neng ba ba kgethetse ho thusa Balevi. Basebeletsi bohle ba Tempele ba ne ba le makgolo a mabedi le mashome a mabedi. Mabitso a bona bohle a ne a ngotswe bukeng. Hona moo nokeng ya Ahafa, ka phatlalatsa hore ho itingwe dijo, e le hore re tle re inyatse kapele ho Modimo wa rona, mme rona, le bana ba rona, le dintho tsa rona, a re baballe leetong la rona. Ke ne ke hlajwa ke dihlong ho kopa bahlabani le bapalami ba dipere ho kgosi, hore bao ba tle ba re sireletse ho dira tsa rona tseleng, hobane re ne re bua le kgosi, re re: “Letsoho la Modimo wa rona le sireletsa bohle ba mo sebeletsang, empa matla a hae le kgalefo ya hae di hodima bohle ba mo furallang.” Yaba re itima dijo, re rapela Modimo wa rona, mme a re utlwa. Yaba ke kgethela kathoko baprista ba baholo, ba leshome le metso e mmedi, le Sherebiya, le Hashabiya, le bana babo bona ba leshome. Ka ba lekanyetsa silefera, le kgauta, le thepa, e leng tseo kgosi, le baeletsi ba yona, le mahosana a yona, le Baiserale bohle ba neng ba le teng moo, ba faneng ka tsona, e le nyehelo ya Tempele ya Modimo wa rona. Ka ba nea silefera e etsang boima ba dithane tse mashome a mabedi a metso e mmedi, le thepa e entsweng ka silefera e etsang boima ba dikilo tse mashome a supileng, le e entsweng ka kgauta e etsang boima ba dikilo tse dikete tse tharo le makgolo a mane, le dikotlolo tse mashome a mabedi, tse entsweng ka kgauta e etsang boima ba dikilo tse robedi, le dikotlolo tse pedi, tse entsweng ka lethose leo e leng la bohlokwa jwaloka kgauta. Yaba ke re ho bona: “Le a halalela mahlong a Morena, le thepa ena e a halalela. Silefera le kgauta tsona ke nyehelo ya boithaopo, e etsetswang Morena Modimo wa bontata lona. Di hlokomeleng, le di boloke, ho fihlela le di lekanya hape kapele ho baprista, le Balevi, le dihlooho tsa malapa a Iseraele, le le Jerusalema, ka dikamoreng tsa Tempele ya Morena.” Yaba baprista, le Balevi, ba nka morwalo oo wa silefera, le wa kgauta, le wa thepa, le wa dijana, ba o isa Jerusalema ka Tempeleng ya Morena. Ka letsatsi la leshome le metso e mmedi, la kgwedi ya pele, ra tloha nokeng ya Ahafa, ra ya Jerusalema. Modimo wa rona a re hlohonolofatsa, mme a re namolela matsohong a sera, le ho ba neng ba re laletse tseleng. Ra fihla Jerusalema, ra hlola teng matsatsi a mararo. Ka letsatsi la bone, silefera, le kgauta, le thepa, tsa bewa sekaleng, ka Tempeleng ya Modimo wa rona, mme tsa newa Meremote, mora wa moprista Uriya. O ne a ena le Eleasare, mora wa Finease, mmoho le Balevi, e leng Josabada, mora wa Jeshua, le Nowadiya, mora wa Binui. Tsohle tsa balwa, tsa bewa sekaleng, mme boima ba tsona ba ngolwa. Bao e neng e le bathopuwa ba etsetsa Modimo wa Iseraele dinyehelo tsa setjheso ka dipohwana tse leshome le metso e mmedi, le ka dipheleu tse mashome a robong a metso e tsheletseng, le ka dikonyana tse mashome a supileng a metso e supileng, e le nyehelo ya Baiseraele bohle. Ba etsa le nyehelo ya sebe ka diphooko tse leshome le metso e mmedi. Tsena tsohle e ne e le nyehelo ya setjheso e etsetswang Morena. Ba neelana ka ditaelo tsa kgosi ho balebedi ba kgosi, le ho babusi ba naha e ka bophirimela ho noka ya Euferatese. Bao ba thusa setjhaba, ba thusa le Tempele ya Morena. Ha dintho tsena di se di phethilwe, baetapele ba tla ho nna, ba re: “Setjhaba sa Iseraele, le baprista, le Balevi ha ba ya ikgetholla ho baahi ba dinaha tsena; ba etsa manyala a etswang ke Bakanana, le Bahete, le Baperise, le Bajebuse, le Baamone, le Bamoabe, le Baegepeta, le Baamore. Ba nyallane le ditjhaba tseo; kahoo setjhaba sena se halalelang se kopantse madi a sona le madi a baditjhaba. Ba ka sehloohong ketsong ena ya bohlabaphiyo ke baetapele le babusi ba setjhaba.” Ha ke utlwa taba ena ka hahola diaparo tsa ka, le hempe ya ka, ka hlothaka moriri wa ka, le ditedu tsa ka, ka dula fatshe, ka fetoha semumu. Bohle ba tshabang dipolelo tsa Modimo wa Iseraele ba mpokanela, ka baka la botjholotjholo ba bao e neng e le bathopuwa. Ka dula jwalo ke le semumu, ho fihlela ha ho etswa sehlabelo sa mantsiboya. Ka nako ya ha ho etswa sehlabelo sa mantsiboya, ka ema moo esaleng ke dula teng ke sithabetse. Ka kgumama ka mangwele, seaparo sa ka le hempe ya ka di ntse di le matamuke, ka phahamisetsa matsoho a ka ho Morena Modimo wa ka. Yaba ke re: “Oho, Modimo wa ka, ke swabile, ke bile ke tshaba le ho tadimana le wena, Modimo wa ka. Bokgopo ba rona bo re hlwele dihlooho, dibe tsa rona di lalellane hodimo ho ya fihla mahodimong. Ho tloha mehleng ya bo-ntata rona, ho fihlela kajeno, re bile le melato e meholo. Ka baka la bokgopo ba rona, rona, le dikgosi tsa rona, le baprista ba rona, ho neelanwe ka rona matsohong a dikgosi tsa dinaha tsena, hore re bolawe ka sabole, re thopuwe, re hanyapetswe, re hlabiswe dihlong, jwalokaha ho le jwalo kajeno. “Empa ka nakwana e seng kae, Morena Modimo wa rona, o re hauhetse ka ho re siela mesaletsana e ileng ya phonyoha. O re tsitsisitse sebakeng sena sa hae se halalelang, e le hore a re tutubolle mahlo, a re lopolle bokgobeng bona ba rona. Re ne re le makgoba, empa Modimo wa rona ha a a ka a re tlohela bokgobeng boo ba rona; o entse hore dikgosi tsa Peresiya di re hauhele, re tsohe molota, re tle re hahe Tempele ya Modimo wa rona, re e lokise moo e senyehileng teng, ho sireletswe Juda le Jerusalema. “Jwale he, Modimo wa rona, re tla reng kamorao ho moo? Re furaletse melao ya hao eo o neng o re laye ka yona, ka bahlanka ba hao, baporofeta, wa re: Naha eo le yang ho yona, hore e tle e be ya lona, ke naha e sa hlwekang, ka baka la ho silafatswa ke baahi ba dinaha tseo ka manyala a bona, a e aparetseng ho tloha ntlheng e nngwe ho isa ho e nngwe. Ka baka leo he, le se ke la nyallana le bona, leha e le ho sebeletsa kgotso ya bona, kapa ho tswela pelo leruo la bona ho isa kgale, e le hore le tle le matlafale, le je menono ya naha eo, le e siele bana ba lona hore e be lefa la bona la kamehla yohle. “Tsena tsohle, tse re hlahetseng, di bakilwe ke diketso tsa rona tse kgopo, le ditshito tsa rona tse kgolo, empa wena, Modimo wa rona, o re otlile hanyenyane ho feta kamoo bokgopo ba rona bo leng kateng, mme wa re siela mesaletsana ena e teng. Na ebe re sa tla boela re tlola melao ya hao, re nyallana le ditjhaba tsee, tse etsang dintho tse nyonyehang hakaale? Na o ke ke wa re halefela, mme wa qetella o re timeditse, hoo ho ke keng ha eba le mesaletsana kapa ba phonyohang? Oho, Morena Modimo wa Iseraele, wena o lokile, hobane ke mona kajeno re mesaletsana e phonyohileng, mme re kapele ho wena re ntse re le hara melato ya rona, le hoja re ke ke ra ema kapele ho wena, ka baka la yona.” Ha Esera a ntse a rapela, a etsa maipolelo, a lla, a itihela fatshe kapele ho Tempele ya Modimo, letshwele le leholo la Baiseraele, e le banna, le basadi, le bana, la phuthehela ho yena, mme batho bao ba lla habohloko. Yaba Shekaniya, mora wa Jehiele, e leng e mong wa bara ba Elame, o re ho Esera: “Re sitetswe Modimo wa rona, re nyetse basadi ba baditjhaba ba ahileng naheng ena, empa ha e le tabeng ena, tshepo e sa le teng bakeng sa Baiseraele. Ka baka leo, a re etseng selekane le Modimo wa rona, re kgutlise basadi bana bohle, le bana ba bona, ho ya ka keletso ya monga ka, le ya bohle ba hlomphang melao ya Modimo wa rona, mme hona ho etswe ka molao. Ema ka maoto, hobane tabeng ena boikarabelo ke ba hao, mme re tla o thusa. Tsoha molota, o etse jwalo.” Yaba Esera o a ema, o etsa hore baprista ba baholo, le Balevi, le Baiseraele bohle, ba hlapanye hore ba tla etsa jwalo, ho latela polelo ya Shekaniya. Ba fela ba hlapanya. Esera a tloha kapele ho Tempele ya Modimo, a kena ka kamoreng ya Johanane, mora wa Eleashibe. Ha a se a kene, ha a a ka a ja bohobe kapa a nwa metsi, hobane o ne a ntse a lla ka baka la ditshito tsa ba neng ba thopilwe. Naheng yohle ya Juda le Jerusalema, ba phatlalletsa ba neng ba thopilwe hore ba phuthehele Jerusalema. Ho ya ka keletso ya mahosana le ya baholo, ha thwe mang kapa mang eo matsatsi a mararo a tla feta a eso tle, a jewe dintho tsa hae tsohle, le yena a be a lelekwe hara setjhaba sa ba neng ba thopilwe. Yaba banna bohle ba Juda le ba Benjamine, ba phuthehela Jerusalema matsatsi a mararo a eso fete. Ka letsatsi la mashome a mabedi la kgwedi ya borobong, setjhaba sohle sa dula lebaleng le kapele ho Tempele ya Modimo, se ntse se thothomela ka baka la taba ena, se bile se qhaqhasela ka baka la pula ya ditlwebelele. Moprista Esera a ema, a re ho sona: “Le sitilwe ka ho nyala basadi ba baditjhaba, mme le ekeditse dibe tsa Baiseraele. Ka baka leo, inyatseng kapele ho Morena Modimo wa bontata lona, le phethe thato ya hae, le ikgetholle ho setjhaba sa naha ena, le arohane le basadi bana ba baditjhaba.” Setjhaba sohle sa araba ka mantswe a phahameng, sa re: “Ho lokile! Re tla etsa jwalokaha o boletse! Empa setjhaba sena se sengata haholo, le pula ke ya ditlwebelele, mme re sitwa ho ema kantle. Le mosebetsi ona hase wa letsatsi le le leng, kapa a mabedi feela, hobane tabeng ena re sitilwe haholo. Baetapele bohle ba setjhaba ba ke ba eme ka maoto; bohle ba metseng ya rona, ba nyetseng basadi ba baditjhaba, ba tle ka nako e beilweng, mme ba tle le baholo, le baahlodi ba motse o mong le o mong, ho fihlela kgalefo ya Modimo wa rona, tabeng ena, e re fapoha.” Ke bo-Jonathane feela, mora wa Asaele, le Jahasiya, mora wa Tikefa, ba neng ba hanyetsa taba ena, mme ba tlatsitswe ke Meshulame le Shabetai wa Molevi. Ba neng ba thopilwe ba etsa jwalo. Yaba moprista Esera o kgetha banna bao e neng e le dihlooho tsa malapa a bo-ntata bona, lelapeng ka leng a kgetha monna a le mong, mme bana bohle ba qollwa ka mabitso. Ka letsatsi la pele la kgwedi ya leshome, ba kopana ho hlahloba taba ena. Ka letsatsi la pele la kgwedi ya pele, ba qeta ho hlahloba taba ya banna ba nyetseng basadi ba baditjhaba. Bara ba baprista, ba ileng ba fumanwa ba nyetse basadi ba baditjhaba, ke bana: Hara bara ba Jeshua, mora wa Josadake, le ba bana babo, e ne e le Maasiya, le Eleesere, le Jaribe, le Gedaleya. Ba hlapanya hore ba tla leleka basadi ba bona. Ka baka la molato wa bona ba nyehela ka pheleu e tswang mohlapeng wa bona, ba nyehela ka baka la sebe sa bona. Hara bara ba Imere e ne e le Hanani, le Sebadiya. Hara bara ba Harime e ne e le Maasiya, le Elia, le Shemaya, le Jehiele, le Usiya. Hara bara ba Phashahure e ne e le Eleunai, le Maasiya, le Ishemaele, le Netanele, le Josabada, le Elasa. Hara Balevi e ne e le Josabada, le Shimei, le Kelaya ya neng a bitswa Keleta, le Petahiya, le Juda le Eleesere. Hara dibini e ne e le Elashibe, mme hara balebedi ba monyako e le Shalome, le Teleme, le Uri. Hara Baiseraele, ho bara ba Paroshe e ne e le Rameya, le Jisiya, le Malakiya, le Miamine, le Eleasare, le Malakiya, le Benaya. Hara bara ba Elame e ne e le Mataneya, le Sekariya, le Jehiele, le Abade, le Jeremote, le Elia. Hara bara ba Satu e ne e le Eleunai, le Elashibe, le Mataneya, le Jeremote, le Sabada, le Asisa. Hara bara ba Bebai e ne e le Jehohanane, le Hananiya, le Sabai, le Atalai. Hara bara ba Bani e ne e le Meshulame, le Maloke, le Adaya, le Jashube, le Sheale, le Ramote. Hara bara ba Pahate-Moabe e ne e le Adena, le Kelala, le Benaya, le Maasiya, le Mataneya, le Besalele, le Binui, le Manase. Hara bara ba Harime e ne e le Eleesere, le Jishiya, le Malakiya, le Shemaya, le Shimeone, le Benjamine, le Maloke, le Shemariya. Hara bara ba Hashume e ne e le Matenai, le Matata, le Sabada, le Elefelede, le Jeremai, le Manase, le Shimei. Hara bara ba Bani e ne e le Maadai, le Amorame, le Uele, le Benaya, le Bedeya, le Kehohi, le Faniya, le Meremote, le Eleashibe, le Mataneya, le Matenai, le Jaasau, le Bani, le Binui, le Shimei; le Shelemiya, le Nathane, le Adaya, le Makenadebai, le Shashai, le Sharai, le Asariele, le Shelemiya, le Shemariya; le Shalome, le Amariya, le Josefa. Hara bara ba Nebo e ne e le Jeiele, le Matiteya, le Sabada, le Sebina, le Jadai, le Joele, le Benaya. Bana bohle ba ne ba nyetse basadi ba baditjhaba, mme ba leleka basadi bao hammoho le bana ba bona. Tsena ke dipolelo tsa Nehemia, mora wa Hakaleya: Ka kgwedi ya Tshitwe, ka selemo sa mashome a mabedi sa puso ya Aretaseresese, kgosi ya Peresiya, ke ne ke le motseng wa kgosi, wa Shushane. Hanani, e mong wa bana beso, a fihla a ena le banna ba bang ba tswang Juda. Yaba ke ba botsa taba tse amanang le Bajuda ba ileng ba phonyoha ha ho thopuwa ba bang; ka ba botsa le tsa Jerusalema. Yaba ba re ho nna: “Masalla a setseng naheng e kamose wane, ha ba bang ba thopuwa, a hara ditlokotsi tse kgolo, le sekgobo. Lerako la Jerusalema le lona le heleditswe, le mamati a teng a tjhesitswe.” Ha ke utlwa dipolelo tsena ka dula fatshe, ka lla, ka ba bofifing ka matsatsi a mangata; ka itima dijo, ka rapela Modimo wa mahodimo. Yaba ke re: “Oho, Morena Modimo wa mahodimo, ke a o rapela: Wena Modimo e moholo, ya tshabehang, ya bolokang selekane sa hae sa lerato ho ba mo ratang, ba mamelang melao ya hae, ako thee tsebe, o mamele, le mahlo a hao a ke a tadime, o tle o utlwe thapelo ya mohlanka wa hao, eo ke e etsang ke le kapele ho wena, bosiu le motsheare. Ke rapella bana ba Iseraele, e leng bahlanka ba hao, mme ke bolela dibe tsa bona, tseo re o sitetsweng ka tsona. Esita le nna, le ba lelapa leso, re entse sebe. Re o etseditse bokgopo bo boholo, ha re a boloka melao, le ditaelo, le dikahlolo tseo o ileng wa di laela Moshe, mohlanka wa hao. “Ke a o rapela: Ako hopole polelo eo o neng o e laele Moshe, mohlanka wa hao, wa re: Haeba le ka etsa sebe, ke tla le hasanya hohle hara ditjhaba. Empa haeba le ka kgutlela ho nna, mme la boloka melao ya ka, la e phetha, leha eba ke ile ka le hasanyetsa dipheletsong tsa lefatshe, ke tla le bokella le le hona moo, ke le kgutlisetse sebakeng seo ke se kgethileng, hore ke kgumamellwe ho sona. “Jwale he, bana ke bahlanka ba hao, le setjhaba sa hao, seo o ileng wa se lopolla ka matla a hao a maholo, le ka letsoho la hao le matla. Oho, Morena, ke a o rapela: Ako thee tsebe o mamele thapelo ya mohlanka wa hao, le thapelo ya bahlanka ba hao, ba tjhesehelang ho hlompha lebitso la hao. Ke a o rapela: Ako atlehise mohlanka wa hao, hona kajeno, mme o etse hore monna enwa a mo hauhele.” Mehleng eo ke ne ke le moqhatsetsi wa kgosi. Ka kgwedi ya Mmesa, ka selemo sa mashome a mabedi sa puso ya kgosi Aretaseresese, veine e ne e beilwe kapele ho yena. Ka nka veine ena, ka e nea kgosi. Pele ho mona, ke ne ke eso ka ke ema kapele ho kgosi ke hlorile. Yaba kgosi e re ho nna: “Ke ka lebaka lang ha o bonahala o hlorile, empa o sa kule? Hona ho supa hore moya wa hao o a ngongoreha.” Yaba ke tshoha haholo. Ka re ho kgosi: “Kgosi a e ke e re phelele! Ke tlamehile ho hlora, hobane motse oo mabitla a bo-ntate a leng ho wona, o fetohile lesupi, mme mamati a wona a tjhesitswe ka mollo.” Jwale kgosi ya re ho nna: “O rata ha ke o etsetsa eng?” Yaba ke rapela Modimo wa mahodimo. Ka re ho kgosi: “Haeba kgosi e ka kgahlwa, mme eba e hauhetse mohlanka wa yona, a e ke e nthome naheng ya Juda, motseng oo mabitla a bo-ntate a leng ho wona, e le hore ke tle ke o tsose.” Mofumahadi o ne a dutse lehlakoreng la kgosi, ha kgosi e re ho nna: “Leeto la hao le tla nka nako e kae, mme o kgutle neng?” Kgosi ya ananela kopo ena ya ka, ya ntumella hore ke tsamaye. Ka e bolella hore na ke tla nka nako e kae. Ka boela ka re ho kgosi: “Haeba kgosi e ka kgahlwa, a nke ke newe mangolo a yang ho babusi ba naha e ka bophirimela ho noka ya Euferatese, e le hore ba tle ba ntumelle ke fete, ke be ke yo fihla naheng ya Juda. Hape ke newe le lengolo le yang ho Asafo, molebedi wa moru wa kgosi, e le hore a tle a mphe difate tse tla etsa menyako ya qhobosheane, e pela Tempele, le ya lerako la motse, le ya ntlo ya ka ya bodulo.” Kgosi ya amohela kopo ya ka, hobane Modimo wa ka o ne a ntlhohonolofaditse. Ha ke fihla ho babusi ba naha e ka bophirimela ho noka ya Euferatese, ka ba nea mangolo a kgosi. Kgosi e ne e rometse balaodi ba mabotho, le bahlabani ba palamang, hore ba tsamaye le nna. Ha bo-Sanebalate wa Mohore, le Tobiya wa Moamone, eo e neng e le mohlanka wa mmuso, ba utlwela taba ena ya hore ho fihlile monna ya tlilo ntlafatsa tsa bophelo ba bana ba Iseraele, ba tshwenyeha haholo. Ka fihla Jerusalema, mme ka ba moo ka matsatsi a mararo. Ka tsoha hara bosiu ke ena le banna ba mmalwana. Ka se ke ka bolella motho, seo Modimo wa ka a itseng ke tlo se etsetsa motse wa Jerusalema. Ho ne ho se na phoofolo le e nngwe, haese eo ke neng ke e palame. Ka tswa hara bosiu jwalo, ka feta Monyakong o ka Kgohlong, ka feta le Sedibeng sa Kganyapa, ka fihla Monyakong wa Thotobolo. Ka hlahloba marako a Jerusalema a heleditsweng, le mamati a wona a tjhesitsweng. Yaba ke fetela Monyakong wa Sediba, le Letshaneng la Kgosi, empa ho ne ho se moo phoofolo eo ke neng ke e palame e neng e ka feta le teng. Ka nyolosa jwalo le bosiu, ke ikgohlile ka molatswana; ka nna ka hlahloba lerako, ka nto kgutla, ka kena ka Monyako wa Kgohlo. Babusi ba ne ba sa tsebe moo ke ileng teng, kapa seo ke ileng ho se etsa; esita le Bajuda, le baprista, le mahosana, le babusi, le ba bang ba neng ba sebetsa, ke ne ke eso ka ke ba bolella letho. Yaba ke re ho bona: “Le bona tsietsi eo re leng hara yona, le kamoo Jerusalema e leng lesupi kateng, le kamoo menyako ya yona e tjhesitsweng kateng. Tloong, re haheng lerako la Jerusalema, re tle re se ke ra ba le sekgobo.” Ka ba bolella kamoo Modimo wa ka a ileng a ntlhohonolofatsa kateng; ka ba bolella le seo kgosi e mpoleletseng sona. Yaba ba re: “A re qaleng ho tsosa lerako!” Ba kena mosebetsing ona o kgabane ka mafolofolo. Empa ha bo-Sanebalate wa Mohore, le Tobiya wa Moamone, eo e neng e le mohlanka wa mmuso, le Gashemu wa Moarabia, ba utlwela hona, ba re soma, ba re nyedisa, mme ba re: “Ke ntho nngwe ee, eo le e etsang? Na le fela le fetohela kgosi?” Yaba ke a ba araba, ke re ho bona: “Modimo wa mahodimo ke yena ya tla re atlehisa; ka baka lena, rona, bahlanka ba hae, re tla ema ka maoto, re hahe. Ha e le lona, mona Jerusalema, ha le na kabelo, kapa tokelo, kapa sefika.” Bo-Eleashibe, Moprista e Moholo, le bana babo, e leng baprista, ba haha Monyako wa Dinku. Ba o halaletsa, mme ba kenya le mamati a wona. Ba o hlohonolofatsa ho tloha Toreng ya Mea, ho ya fihla Toreng ya Hananele. Banna ba Jeriko ba haha ba bapile le bo-Eleashibe; Sakure, mora wa Imeri, yena a haha a bapile le bo-Eleashibe; Sakure, mora wa Imeri, yena a haha a bapile le banna ba Jeriko. Bara ba Hasena bona ba haha Monyako wa Ditlhapi, ba bea maballo a wona, ba kenya mamati a wona, le dinotlolo tsa wona, le mekwallo ya wona. Meremote, mora wa Uriya, setloholo sa Kose, a tsosa lerako a bapile le bara ba Hasena. Meshulame, mora wa Berekiya, setloholo sa Meshesabele, yena a le tsosa a bapile le Meremote. Sadoke, mora wa Baana, a le tsosa a bapile le Meshulame. Ba lelapa la Tekowa ba le tsosa ba bapile le Sadoke. Empa mahosana a bona a se ke a kenya letsoho mosebetsing ona wa Morena wa bona. Monyako wa Kgale wona wa tsoswa ke Jehoyada, mora wa Paseya, le Meshulame, mora wa Besodeya. Ba bea maballo a wona, ba kenya mamati a wona, le dinotlolo tsa wona, le mekwallo ya wona. Bo-Melatiya wa Gibeone, le Jadone wa Meronote, banna ba tswang Gibeone le Misepa, ba bapa le bo-Jehoyada, ba tsosa lerako ho ya fihla ha mmusisi wa naha e ka bophirimela ho noka ya Euferatese. Usiele, mora wa Harahaya, eo e neng e le e mong wa malala a kgauta, a tsosa lerako a bapile le bo-Melatiya. Hananiya, e mong wa ba etsang ditlolo tse monko o monate, a bapa le Usiele, ba tsosa lerako la Jerusalema ho ya fihla Lerakong le Phatlaletseng. Refaya, mora wa Hure, mmusi wa karolo e nngwe ya Jerusalema, a tsosa lerako a bapile le Hananiya. Jedaya, mora wa Harumafa, a bapa le Refaya, a tsosa lerako moo le tobaneng le ntlo ya hae. Hatushe, mora wa Hashabeniya, a le tsosa a bapile le Jedaya. Malakiya, mora wa Harime, le Hashube, mora wa Pahate-Moabe, bona ba tsosa karolo ya bobedi ya lerako, hammoho le Tora ya Dibopi. Shalome, mora wa Haloheshe, mmusi wa karolo e nngwe ya Jerusalema, a thuswa ke baradi ba hae, ba tsosa lerako ba bapile le bo-Melatiya. Bo-Hanune le baahi ba Sanowa ba lokisa Monyako wa Kgohlo. Ba o haha, ba kenya mamati a wona, le dinotlolo tsa wona, le mekwallo ya wona. Ba haha le lerako sebaka se ka etsang dimethara tse makgolo a mane le mashome a mane, ho ya fihla Monyakong wa Thotobolo. Monyako wa Thotobolo wa tsoswa ke Malakiya, mora wa Rekabe, mmusi wa karolo e nngwe ya Bete-Kereme. A o haha, a kenya mamati a wona, le dinotlolo tsa wona, le mekwallo ya wona. Monyako wa Sediba wa tsoswa ke Shalome, mora wa Kolohose, mmusi wa karolo e nngwe ya Misepa. A o haha, a o rulela, a kenya menyako ya wona, le dinotlolo tsa wona, le mekwallo ya wona. A haha le lerako le potapotileng Letshana la Shela, le pela Serapa sa Kgosi; a le haha ho ya fihla mehatong e theohang e etswa Motseng wa Davida. Nehemia, mora wa Asabuke, mmusi wa karolo e nngwe ya Bete-Sure, a latela Shalome; a tsosa karolo ya lerako e tobaneng le mabitla a Davida, ho ya fihla letshaneng, le ho ya fihla Tlung ya Bahale. Balevi bana ba latela Nehemia, ba tsosa lerako: Rehume, mora wa Bani, a tsosa lerako; Hashabiya, mmusi wa karolo e nngwe ya Keila, a latela Rehume, le yena a tsosa karolo ya hae ya lerako. Bana babo bona ba ba latela. Bafai, mora wa Henadade, mmusi wa karolo e nngwe ya Keila, le yena a tsosa lerako. Esere, mora wa Jeshua, mmusi wa Misepa, a latela Bafai, a tsosa karolo e nngwe, e tobaneng le moepa o nyolohelang tlung ya dihlomo, e hukung ya lerako. Baruke, mora wa Sabai, a latela Esere; a tsosa karolo e nngwe ya lerako ka mafolofolo, ho tloha hukung ya lona, ho ya fihla monyakong wa ntlo ya Moprista e Moholo Eleashibe. Meremote, mora wa Uriya, setloholo sa Kose, a latela Baruke. A tsosa karolo e nngwe ya lerako, ho tloha monyakong wa ntlo ya Eleashibe, ho ya fihla moo ntlo eo e fellang teng. Baprista, e leng banna ba ahileng phuleng ya Jorodane, ba latela Meremote, le bona ba tsosa lerako. Bo-Benjamine le Hashube ba latela baprista, ba tsosa lerako moo le tobaneng le ntlo ya bona teng. Asariya, mora wa Maasiya, setloholo sa Ananiya, a latela bo-Benjamine, a tsosa lerako le pela ntlo ya hae. Binui, mora wa Henadade, a latela Asariya, a tsosa karolo e nngwe ya lerako, ho tloha tlung ya Asariya, ho ya fihla hukung ya lerako. Palale, mora wa Usai, a tsosa lerako moo le tobaneng le huku, le tora e entseng motsu, e tlung ya kgosi, e kahodimo, e neng e le pela lebala la tjhankana. Pedaya, mora wa Paroshe, a latela Palale, a tsosa lerako. Basebeletsi ba Tempele, ba neng ba phela Ofele, ba tsosa lerako ka nqa botjhabela, moo le tobaneng le Monyako wa Metsi, le tora e entseng motsu. Banna ba Tekowa ba latela basebeletsi ba Tempele, le bona ba tsosa karolo e nngwe ya lerako, e tobaneng le tora e kgolo, e entseng motsu, ba ya fihla lerakong la Ofele. Baprista ba tsosa lerako le kahodimo ho Monyako wa Dipere; e mong le e mong a tsosa karolo e kapele ho ntlo ya hae. Sadoke, mora wa Imere, a latela baprista, a tsosa lerako le tobaneng le ntlo ya hae. Shemaya, mora wa Shekaniya, molebedi wa Monyako o ka Botjhabela, a latela Sadoke, a tsosa lerako. Bo-Hananiya, mora wa Shelemiya, le Hanune, mora wa botshelela wa Salafe, ba latela Shemaya, ba tsosa karolo e nngwe ya lerako. Meshulame, mora wa Berekiya, a latela bo-Hananiya, a tsosa lerako moo le tobaneng le kamore ya hae. Malakiya, e mong wa malala a kgauta, a latela Meshulame, a tsosa lerako ho ya fihla tlung ya basebeletsi ba Tempele, le ho ya fihla tlung ya bahwebi, moo le tobaneng le Monyako wa Balebedi, le ho ya fihla pela kamore e kahodimo ho huku ya lerako. Pakeng tsa kamore e kahodimo le Monyako wa Dinku, malala a kgauta le bahwebi ba tsosa lerako hona moo. Ha Sanebalate a utlwa hore re tsosa lerako, a kgobohelwa, a halefa, a soma Bajuda. Yaba o bua le bana babo, le bahlabani ba lebotho la Samaria, o re: “Bajuda baa ba fokolang, ba etsang? Na ba rata ho tsosa lerako lee? Na ba batla ho etsa mahlabelo? Na mosebetsi oo ba tla o qeta ka letsatsi? Na ba tla tsetolla majwe a tjheletseng qubung ee ya lesupi?” Tobiya wa Moamone, o ne a eme pela hae, mme yena a re: “Lerakonyana lena la majwe, leo ba le hahang, ha phokojwe e ka hlwella hodima lona le ka heleha!” Yaba Nehemia o re: “Re utlwe, Modimo wa rona, hobane re a nyediswa. Ako busetse thohako ena hodima bona, ba tlatlapuwe, ba iswe naheng ya baditjhaba e le bathopuwa. O se ke wa ba tshwarela bokgopo ba bona, mme o se ke wa lebala dibe tsa bona, hobane ba o halefisitse kapele ho dihahi.” Yaba re ntse re haha lerako, la ba la fihla halofong ya bophahamo ba lona, hobane setjhaba seo se ne se hlile se ikemiseditse ho haha. Ha bo-Sanebalate, le Tobiya, le Maarabia, le Baamone, le Baashedode, ba utlwela hore marako a Jerusalema a ntse a tsoswa, le dikgeo di ntse di thijwa, ba halefa haholo. Ba rera ho futuhela Jerusalema, hore ba tsose moferefere. Ka baka la bona ra rapela Modimo wa rona, ra lebela motsheare le bosiu. Baahi ba naha ya Juda ba re: “Batho ba hlekang ba fellwa ke matla, empa uduudu e sa le ngata, hoo e re sitisang ho tsosa lerako.” Jwale dira tsa rona di ntse di re: “E tla re ba hlokomela, kapa ba bona, re be re se re ikakgetse kahara bona, re ba bolaya, re emisa mosebetsi ona.” E ile yare ha Bajuda ba neng ba ahile pela bona ba fihla, ba bua le rona ka makgetlo a leshome, ba re: “Ba tla re futuhela ba etswa dibakeng tsohle.” Ka lebaka lena, ka bea batho kamora lerako moo le sa leng tlase, ka ba bea ka malapa abo bona, ba tshwere disabole tsa bona, le marumo a bona, le diqha tsa bona. Yaba ke a qamaka, ke ema kapele ho mahosana, le kapele ho babusi, le kapele ho setjhaba sohle, ke re: “Le se ke la ba tshaba. Hopolang Morena ya matla ya tshabehang, mme le lwanele bana babo lona, le bara ba lona, le baradi ba lona, le basadi ba lona, le matlo a lona.” Ha dira tsa rona di utlwa hore re se re tseba morero wa tsona, le hore Modimo o nyopisitse morero oo wa tsona, yaba rona bohle re kgutlela lerakong, motho ka mong a ba mosebetsing wa hae. Ho tloha mohlang oo, halofo ya bahlanka ba ka ya nna ya sebetsa, empa halofo e nngwe yona ya dula e hlometse ka marumo, le ka dithebe, le ka diqha, e apere diaparo tsa ntwa, tse entsweng ka tshepe. Babusi ba ne ba eme kamora setjhaba sohle sa Juda, e leng se neng se haha lerako. Motho ka mong wa ba neng ba thotha thepa, o ne a sebetsa ka letsoho le leng, ka le leng a tshwere dihlomo. Sehahi ka seng se ne se haha se ntse se leketlisitse sabole qholong, mme ya letsang lenaka la pheleu yena a eme pela ka. Yaba ke re ho mahosana, le ho babusi, le ho setjhaba sohle: “Mosebetsi ona o moholo, o nametse hole, mme re se re qaqolohane haholo, ho ya le lerako lena. Kae kapa kae, moo le tla utlwa lenaka le lla teng, le bokanele hona teng ho rona, mme Modimo wa rona o tla re lwanela!” Yaba re ntse re sebetsa, mme halofo e nngwe ya bona e tshwere marumo ho tloha hoseng, ho fihlela ha dinaledi di hlaha. Ka yona nako eo ka re ho setjhaba: “Motho ka mong, le mohlanka wa hae, ba hlole Jerusalema, e le hore ba tle ba re lebele bosiu, mme motsheare ba sebetse.” Ha e le nna, bana beso, le bahlanka ba ka, le banna ba balebedi, ba neng ba ena le nna, ha ho le ya mong wa rona ya kileng a hlobola diaparo tsa hae. Motho ka mong o ne a tshwere dihlomo tsa hae, esita leha a ilo kga metsi. Banna le basadi ba bona ba lla haholo, ba ipelaetsa ka bana babo bona, e leng Bajuda. Ba bang ba bona ba ne ba re: “Rona, le bara ba rona, le baradi ba rona, re bangata; ka baka lena, re batla koro eo re ka e jang, e le hore re tle re phele.” Ba bang bona ba re: “Re beile masimo a rona paneng, le dirapa tsa rona tsa morara, le matlo a rona, e le hore re tle re tsebe ho reka koro nakong ya tlala.” Ba bang le bona ba re: “Re adimile tjhelete ya ho ntsha lekgetho la kgosi, bakeng sa masimo a rona, le dirapa tsa rona tsa morara. Le hoja rona, le bana babo rona re le madi a le mang, le bana ba rona e le ba bohlokwa jwaloka bana ba bona, feela re tlameha ho fetola bara ba rona makgoba, le baradi ba rona makgabunyane. Ba bang ba baradi ba rona e se e le makgabunyane, empa re hloka matla a ho ba lopolla, hobane masimo a rona le dirapa tsa rona tsa morara, e se e le tsa ba bang.” Ke ile ka halefa haholo ha ke utlwa sello sa bona le dipolelo tsa bona. Ka imamella dintho tsena, mme ka kgalemela mahosana le babusi, ka re ho bona: “Le lefisa bana babo lona tswala!” Yaba ke ba etsetsa pitso e kgolo. Ka re ho bona: “Ho ya kamoo re bileng le hona kateng, re lopolotse bana babo rona, e leng Bajuda ba neng ba rekiseditswe baditjhaba. Jwale lona le rekisa bana babo lona, hore re tle re ba reke hape!” Ba kgutsa tu! ba sitwa ho bua! Ka boela ka re: “Ntho ena eo le e etsang ha e a loka. Le tshwanela ho phela ka ho tshaba Modimo wa rona, e le hore baditjhaba, e leng dira tsa rona, ba tle ba se ke ba re nyatsa. Le rona, le bana beso, le bahlanka ba ka, re ka nna ra lefisa batho bana tswala hodima tjhelete le koro eo re ba adimang yona. Ke a le kopa hle: A re tloheleng tswala ena! Ke a le kopa hle: Hona jwale kgutlisetsang batho bana masimo a bona, le dirapa tsa bona tsa morara, le dirapa tsa bona tsa mohlwaare, le matlo a bona, le karolo e le nngwe, ho tse lekgolo, ya tjhelete ya bona, le ya koro ya bona, le ya veine ya bona, le ya ole ya bona, e leng tswala ya dintho tseo le di nkileng ho bona.” Yaba ba re: “Re tla di kgutlisa, mme re ke ke ra ba lefisa letho. Re tla etsa jwalokaha o boletse.” Jwale ka bitsa baprista, le mahosana ana, le babusi bana, ka ba hlapantsha hore ba etse jwalokaha ba tshepisitse. Le nna ka hlohlora maphutha a seaparo sa ka, ka re: “Ka mokgwa ona, Modimo a ke a hlohlore motho e mong le e mong ya sa phetheng tshepiso ena; a mo hlohlore, a mo ntshe ka tlung ya hae, a mo amohe maruo a hae; a hle a hlohlorwe ka tsela ena, a kgokgothwe!” Setjhaba sohle sa re: “A ho be jwalo!” Sa rorisa Morena. Batho bao ba etsa kamoo ba tshepisitseng kateng. Ho tloha mohla ke kgethwang hore ke be mmusisi naheng ya Juda, e leng ho tloha ka selemo sa mashome a mabedi, ho isa ho sa mashome a mararo a metso e mmedi sa puso ya kgosi Aretaseresese, ke ho re ka dilemo tse leshome le metso e mmedi, rona le bana beso, ha re a ka ra ja dijo tseo e leng seabo sa mmusisi. Babusisi ba neng ba bile teng pele ho nna, ba ne ba imeditse setjhaba, ba nka dijo le veine ya sona, ntle ho ditjhelete tsa silefera tse ka etsang boima ba dikeramo tse mashome a tsheletseng, tseo e neng e le lekgetho la letsatsi ka leng, la motho ka mong. Esita le bahlanka ba bona ba ne ba ikalatisa hodima setjhaba. Empa nna ha ke a ka ka etsa jwalo, ka lebaka la ho tshaba Modimo. Le nna ka sebetsa ka thata mosebetsing wa ho haha lerako, le hoja ke ne ke se na tshimo. Le bahlanka ba ka kaofela ba ne ba phuthehetse moo, ho ya sebetsa. Ke ne ke eja le Bajuda, le babusi ba lekgolo le mashome a mahlano, ke sa bolele ba neng ba re etetse, ba etswa ditjhabeng tse neng di re potapotile. Ka letsatsi le leng le le leng, ke ne ke phehelwa nama ya pholo kaofela, le ya dinku tse tsheletseng tse nonneng. Ke ne ke phehelwa le nama ya dikgoho, mme hang, kamora matsatsi a leshome, ho ne ho tliswa veine e ngata, ya mefutafuta. Empa leha ho ne ho le tjena, ha ke a ka ka batla dijo tseo e leng seabo sa mmusisi, hobane setjhaba se ne se imeditswe haholo. Nehemia a re: “Modimo wa ka, ako nkgopolele tse molemo, ka baka la tsohle tseo ke di etseditseng setjhaba sena.” Jwale bo-Sanebalate, le Tobiya, le Gashemu wa Moarabia, le ba bang ba dira tsa rona, ba utlwela hore ke se ke hahile lerako, le hore ha le sa na dikgeo, le hoja ka nako eo menyako e ne e eso kenngwe mamati. Bo-Sanebalate le Gashemu ba nthomella molaetsa o reng: “Tloo, re tlo kopana le wena motsaneng o mong wa e phuleng ya Ono.” Empa ba ne ba rerile ho ntlhahisa kotsi. Ka ba romela maqosa, ka re: “Mosebetsi wa ka o mongata haholo, ka hona ke sitwa ho tla. Ke ka baka lefe ho ka emiswang mosebetsi, ha nna ke o tlohela, ke theohela ho lona moo?” Ka makgetlo a mane ba nna ba nthomella molaetsa ka mokgwa wona ona. Le nna ka nna ka ba araba ka mokgwa o tshwanang le wona ona. Ka lekgetlo la bohlano Sanebalate a roma mohlanka wa hae ho ntlisetsa molaetsa o tshwanang le melaetsa ya pele, ka lengolo le sa kwalwang. Lengolong leo ho ne ho ngotswe, ho thwe: “Ho ntse ho bueha hara baditjhaba mona, mme le Gashemu o re ke nnete, hore lona mmoho le Bajuda, le ntse le rera ho fetohela mmuso. Ke ka lebaka lena le tsosang lerako, e le hore wena o tle o be kgosi ya bona, ho latela dipolelo tsena. O so bile o kgethile baporofeta hore ba phatlalatse morero ona wa hao Jerusalema, mme ba re: Kgosi e teng naheng ya Juda. Dipolelo tsena di tla fihla tsebeng tsa kgosi; ka baka lena, tloo, re tlo buisana ka taba ena.” Yaba ke mo romela molaetsa o reng: “Dintho tsena tseo o buang ka tsona ha di yo; ke wena ya iqapelang tsona.” Bohle ba ne ba leka ho re tshosa, ba re: “Ba tla kgathala matla, ba nyehlise, mme mosebetsi o ke ke wa hlola o fela!” Empa ka rapela, ka re: “Oho, Modimo, ako mmatlafatse!” Kamora mona ka ya tlung ya Shemaya, mora wa Delaya, setloholo sa Mehetabela, ya neng a kwaletswe ka tlung, mme yena a re: “A re yo kopana ka Tempeleng ya Modimo, re ikwalle kateng, hobane ba tla tla ho tla o bolaya. Ba tla tla bosiu ho tla o bolaya.” Empa ka re: “Motho ya kang nna ke wa ho baleha? Ke mang ya kang nna, ya ka balehelang ka Tempeleng, ho ipholosa? Nke ke ka ya!” Ke ne ke ile ka hlokomela hore ha a ya rongwa ke Modimo, empa o ne a nketsetsa boporofeta bona, hobane a ne a hirilwe ke Tobiya le Sanebalate. Ka baka lena, o ne a hirilwe hore a ntshose, mme ke etse kamoo a buang kateng, ke tle ke etse sebe, ba tle ba ntshenye lebitso. Yaba ke re: “Modimo wa ka, ako hopole Tobiya le Sanebalate, ka baka la mesebetsi ya bona; o hopole le Nowadiya, moporofeta enwa wa mosadi, le baporofeta ba bang, ba neng ba leka ho ntshosa.” Ka letsatsi la mashome a mabedi a metso a mehlano la kgwedi ya Lwetse, ba qeta ho haha lerako. Le ne le nkile matsatsi a mashome a mahlano a metso e mmedi, le ntse le hahuwa. Ha dira tsa rona tsohle di utlwela taba ena, mme le baditjhaba bohle ba re potapotileng ba bona dintho tsena, ba swaba, hobane ba ne ba bone hore mosebetsi ona o entswe ka thuso ya Modimo wa rona. Ho feta mona, mehleng eo mahosana a Juda a ile a ngolla Tobiya mangolo a mangata, le mangolo a Tobiya a fihla ho mahosana ao. Ba bangata, ba naheng ya Juda, ba ne ba entse selekane le Tobiya, hobane e ne e le mokgwenyana wa Shekaniya, mora wa Arake. Mora wa hae, ya bitswang Johanane, o ne a nyetse moradi wa Meshulame, mora wa Berekiya. Ba ba ba mpolella mesebetsi ya Tobiya e metle, mme ba mmolella le dipolelo tsa ka. Tobiya a nna a nngolla, ho leka ho ntshosa. Hoba lerako le hahwe, ka kenya mamati, ha kgethwa balebedi ba menyako, le dibini, le Balevi. Yaba ke bea Hanani, ngwaneso, le Hananiya, mookamedi wa qhobosheane ya kgosi, hore e be baokamedi ba Jerusalema. Hananiya e ne e le monna ya tshepahalang, ya tshabang Modimo ho feta batho ba bangata. Yaba ke re ho bona: “Menyako ya Jerusalema e se ke ya ba ya bulwa ho fihlela ha letsatsi le eba hloohong tsa mengala. Ha balebedi ba ntse ba le mosebetsing, menyako ya motse e kwalwe, ho be ho bewe mekwallo. Hara baahi ba Jerusalema le kgethe balebedi; ba bang ba lebele dibaka tse itseng, ba bang ba lebele kapele ho matlo a bona.” Motse o ne o le moholo, o le batsi, empa batho ba ne ba le mmalwana, le matlo a eso hahwe. Modimo wa ka a ntshusumetsa hore ke kgobokanye mahosana, le babusi, le setjhaba, e le hore ba tle ba balwe ka ho ya ka meloko ya bona. Ka fumana buka ya lenane la meloko, moo ho neng ho ngotswe mabitso a bathopuwa ba ileng ba kgutla pele. Ho yona ho ne ho ngotswe tsena: “Bana ke baahi ba naha ya Juda, bao Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, a neng a ile a ba thopa, a ba isa Babilona. Jwale ba boela ba kgutlela Jerusalema, le naheng ya Juda; motho ka mong a kgutlela motseng wa habo. Ba ne ba tle le Serubabele, le Jeshua, le Nehemia, le Asariya, le Raamiya, le Nahamani, le Moredekai, le Bileshane, le Miseperete, le Bigifai, le Nehume, le Baana. “Palo ya banna ba setjhaba sa Iseraele ke ena: Ba lelapa la Paroshe e ne e le dikete tse pedi le lekgolo, le mashome a supileng a metso e mmedi; ba lelapa la Shefatiya e ne e le makgolo a mararo le mashome a supileng a metso e mmedi; ba lelapa la Arake e le makgolo a tsheletseng, le mashome a mahlano a metso e mmedi; ba lelapa la Pahate-Moabe, e leng ditloholo tsa Jeshua le Joabe, e le dikete tse pedi le makgolo a robedi, le leshome le metso e robedi; ba lelapa la Elame e le sekete le makgolo a mabedi, le mashome a mahlano a metso e mene; ba lelapa la Satu e le makgolo a robedi le mashome a mane a metso e mehlano; ba lelapa la Sakai e le makgolo a supileng le mashome a tsheletseng; ba lelapa la Binui e le makgolo a tsheletseng le mashome a mane a metso e robedi; ba lelapa la Bebai e le makgolo a tsheletseng le mashome a mabedi a metso e robedi; ba lelapa la Asegade e le dikete tse pedi le makgolo a mararo le mashome a mabedi a metso e mmedi; ba lelapa la Adonikame e le makgolo a tsheletseng le mashome a tsheletseng a metso e supileng; ba lelapa la Bigifai e le dikete tse pedi le mashome a tsheletseng a metso e supileng; ba lelapa la Adine e le makgolo a tsheletseng le mashome a mahlano a metso e mehlano; ba lelapa la Atere, ke ho re la Hesekiya, e le mashome a robong a metso e robedi; ba lelapa la Hashume e le makgolo a mararo le mashome a mabedi a metso e robedi; ba lelapa la Besai e le makgolo a mararo le mashome a mabedi a metso e mene; ba lelapa la Harife e le lekgolo le leshome le metso e mmedi; ba lelapa la Gibeone e le mashome a robong a metso e mehlano. “Ba tswang Betlelehema le Netofa e ne e le lekgolo la mashome a robedi a metso e robedi; ba tswang Anatote e le lekgolo le mashome a mabedi a metso e robedi; ba tswang Bete-Asemafete e le mashome a mane a metso e mmedi; ba tswang Kiriate-Jearime, le Kefira, le Beerote e le makgolo a supileng le mashome a mane a metso e meraro; ba tswang Rama le Geba e le makgolo a tsheletseng le mashome a mabedi a motso o mong; ba tswang Mikemase e le lekogolo le mashome a mabedi a metso e mmedi; ba tswang Bethele le ba tswang Ai e le lekgolo le mashome a mabedi a metso e meraro; ba tswang Nebo e nngwe e le mashome a mahlano a metso e mmedi; ba tswang Elame e nngwe e le sekete le makgolo a mabedi le mashome a mahlano a metso e mene; ba tswang Harime e le makgolo a mararo le mashome a mabedi; ba tswang Jeriko e le makgolo a mararo le mashome a mane a metso e mehlano; ba tswang Lode, le Hadide, le Ono e le makgolo a supileng le mashome a mabedi a motso o mong; ba tswang Senaa e le dikete tse tharo le makgolo a robong, le mashome a mararo. “Baprista, e leng bara ba Jedaya, wa lelapa la Jeshua, ba ne ba le makgolo a robong le mashome a supileng a metso e meraro; ba lelapa la Imere e le sekete le mashome a mahlano a metso e mmedi; ba lelapa la Pashahure e le sekete le makgolo a mabedi le mashome a mane a metso e supileng; ba lelapa la Harime e le sekete le leshome le metso e supileng. “Balevi, e leng ditloholo tsa Jeshua, le Kademiele, ba leloko la Hodefa, e ne e le mashome a supileng a metso e mene. “Dibini, e leng ditloholo tsa Asafo, e ne e le lekgolo le mashome a mane a metso e robedi. “Ba malapa a balebedi ba menyako, e leng ditloholo tsa Shalome, le ditloholo tsa Atere, le tsa Talamone, le tsa Akuba, le tsa Hatita, le tsa Shobai, ba ne ba le lekgolo le mashome a mararo a metso e robedi. “Basebeletsi ba Tempele e ne e le ditloholo tsa Siha, le tsa Hasufa, le tsa Tabaote, le tsa Kerose, le tsa Sia, le tsa Padone, le tsa Lebana, le tsa Hagaba, le tsa Salemai, le tsa Hanane, le tsa Gidele, le tsa Gahere, le tsa Reaya, le tsa Resine, le tsa Nekoda, le tsa Gasame, le tsa Usa, le tsa Paseya, le tsa Besai, le tsa Mehunime, le tsa Nefusime, le tsa Bakabuke, le tsa Hakufa, le tsa Harehure, le tsa Baselote, le tsa Mehida, le tsa Haresha, le tsa Barakose, le tsa Sisera, le tsa Tama, le tsa Nesia, le tsa Hatifa. “Ana ke malapa a bahlanka ba Solomone, e leng ditloholo tsa Sotai, le tsa Soferete, le tsa Peruda, le tsa Jaala, le tsa Darekone, le tsa Gidele, le tsa Shefatiya, le tsa Hatila, le tsa Pokerete ya tswang Sebaime, le tsa Amona. “Basebeletsi bohle ba Tempele, le ditloholo tsa bahlanka ba Solomone, ba ne ba le makgolo a mararo le mashome a robong a metso e mmedi. “Bana bohle ke ba neng ba etswa Tele-Mela, le Tele-Haresha, le Kerube, le Adone, le Imere. Empa ba ile ba sitwa ho bontsha hore malapa abo bona, le dihlooho tsa bona ke Baiseraele. Ba lelapa la Delaya, le la Tobiya, le la Nekoda ba ne ba le makgolo a tsheletseng le mashome a mane a metso e mmedi. “Ana ke malapa a baprista, e leng ditloholo tsa Habaya, le tsa Kose, le tsa Barasilai, ya neng a nyale e mong wa baradi ba Barasilai wa Mogileade, mme a be a se a ipitsa ka yena. “Bana ba ile ba batla buka ya leloko la bona hara tse ding tsa maloko, empa ba se ke ba e fumana; ka baka leo, ba ntshwa tshebeletsong ya boprista, hobane ho ne ho thwe ha ba a hlweka. Mmusisi wa naha a re ba se ke ba ja dijo tse halalelang ka ho fetisisa, ho fihlela moprista a ka ba botsetsa ho Morena, ka ho sebedisa majwe a Urime le Thumime. “Setjhaba sohle ha se balwa se ile sa etsa dikete tse mashome a mane a metso e mmedi le makgolo a mararo le mashome a tsheletseng; ho sa balwe bahlanka le makgabunyane a bona, a dikete tse supileng, le makgolo a mararo, le mashome a mararo a metso e supileng. Hape ho ne ho ena le dibini tsa banna le tsa basadi tse makgolo a mabedi le mashome a mane a metso e mehlano. “Palo ya dipere tsa bona e ne e le makgolo a supileng le mashome a mararo a metso e tsheletseng, dimmeile di le makgolo a mabedi le mashome a mane a metso e mehlano, dikamele di le makgolo a mane le mashome a mararo a metso e mehlano, le ditonki tse dikete tse tsheletseng le makgolo a supileng le mashome a mabedi.” Ba bang ba dihlooho tsa malapa ba kenya letsoho mosebetsing ona ka ho fana ka dimpho. Mmusisi wa naha a fana ka kgauta e etsang boima ba dikilo tse robedi, le dikotlolo tse mashome a mahlano tsa ho sebeletsa, le diaparo tsa baprista tse makgolo a mahlano le mashome a mararo. Ba bang ba dihlooho tsa malapa ba fana ka kgauta e etsang boima ba dikilo tse lekgolo le mashome a tsheletseng a metso e robedi, le silefera e etsang boima ba dikilo tse sekete le makgolo a mabedi le mashome a mahlano, mme tsena tsohle ba di kenya ka letloleng, bakeng sa mosebetsi. Setjhaba sona sa fana ka kgauta e etsang boima ba dikilo tse lekgolo le mashome a tsheletseng a metso e robedi, le silefera e etsang boima ba dikilo tse lekgolo le mashome a mane, le diaparo tsa boprista tse mashome a tsheletseng a metso e supileng. Baprista, le Balevi, le balebedi ba menyako, le dibini, le karolo e nngwe ya setjhaba, le basebeletsi ba Tempele, le Baiseraele bohle, ba aha metseng ya bona. Ha kgwedi ya bosupa e thwasa, bana ba Iseraele ba ne ba se ba le metseng ya bona. Setjhaba sohle sa kgobokana lebaleng le pela Monyako wa Metsi, se le kgopolo e le nngwe. Sa re ho Esera, eo e neng e le Setsebi sa Molao, a tlise Buka ya Molao wa Moshe, oo Morena a neng a o beele bana ba Iseraele. Ka letsatsi la pele la kgwedi ya bosupa, moprista Esera a tlisa Molao kapele ho setjhaba sa banna, le basadi, le bohle ba nang le kutlwisiso. A o balla banna, le basadi, le batho ba nang le kutlwisiso; a o bala ho tloha hoseng ho fihlela motsheare o moholo, a le lebaleng le pela Monyako wa Metsi. Setjhaba sohle sa mamela ka hloko tse balwang Bukeng ya Molao. Esera, eo e neng e le Setsebi sa Molao o ne a eme hodima sethala se entsweng ka lehong, se etseditswe morero oo. Ka letsohong le letona la hae, ho ne ho eme Matiteya, le Shema, le Anaya, le Uriya, le Hilekiya, le Maasiya; ka letsohong le hae le letshehadi ho eme Pedaya, le Mishaele, le Malakiya, le Hashume, le Hashebadana, le Sekariya, le Meshulame. Jwale Esera a phetla Buka moo setjhaba sohle se ntseng se mmona, hobane o ne a eme moo a neng a se phahametse. Eitse ha a e phetla, setjhaba sohle sa raoha! Esera a rorisa Morena Modimo e moholo, mme setjhaba sohle sa araba se phahamiseditse matsoho a sona hodimo, sa re: “A ho be jwalo! A ho be jwalo!” Sa inamisetsa dihlooho tsa sona fatshe, sa rapela Morena. Bo-Jeshua, le Bani, le Sherebiya, le Jamine le Akube, le Shabetai, le Hodiya, le Maasiya, le Keleta, le Asariya, le Josabada, le Hanane, le Pelaya, e leng Balevi, ba hlalosetsa setjhaba Molao, setjhaba sona se ntse se eme ditulong tsa sona. Ba bala Bukeng ya Molao wa Modimo ka mokgwa o hlakileng, ba hlalosa Molao, ba etsa hore setjhaba se utlwisise se balwang. Nehemia, eo e neng e le mmusisi wa naha, le Esera, eo e neng e le moprista e bile e le setsebi sa Molao, le Balevi ba neng ba ruta setjhaba, ba re ho setjhaba sohle: “Letsatsi lena ke le halalelang ho Morena Modimo wa lona; le se ke la hlomoha, kapa la lla.” Ke hobane setjhaba sohle se ne se ntse se lla ha se utlwa se bolelwang ke Molao. Nehemia a re ho sona: “Itsamaeleng, le yo ja dijo tse monate, le nwe tse maphodi, mme le abele ba hlokang, hobane letsatsi lena ke le halalelang ho Morena wa rona. Le se ke la swaba, hobane thabo ya Morena ke yona e tla le matlafatsa.” Balevi ba kgutsisa setjhaba sohle, ba re: “Kgutsang, le se ke la hlomoha, hobane letsatsi lena lea halalela.” Yaba setjhaba sohle se a itsamaela; sa ya ja, sa ya nwa, sa abela ba hlokang. Sa nyakalla haholo, hobane se ne se utliwsisitse seo se se boleletsweng. Ka letsatsi la bobedi dihlooho tsa malapa wohle a setjhaba, le baprista, le Balevi, ba kgobokanela ho Esera, eo e neng e le setsebi sa Molao, hore ba yo ithuta se bolelwang ke Molao. Ba fumana hore Molaong oo Morena a ileng a laela Moshe ho ba beela wona, ho ngotswe hore ka mokete wa kgwedi ya bosupa bana ba Iseraele ba dule maphepheng, le hore ba hlabe mokgosi, ba phatlalatse metseng yohle ya bona, le Jerusalema, ba re: “Nyolohelang thabeng, le reme makala a mohlwaare oo ditholwana tsa wona di etsang ole, le a mohlwaare wa naha, le makala a mohlakola, le makala a dipalema, le makala a difate tse mahlaku a teteaneng, ho tla etsa maphephe jwalokaha ho ngotswe.” Yaba setjhaba se a ya, se tla le makala ao. Sa iketsetsa maphephe; batho ba iketsetsa maphephe kahodima marulelo a matlo a bona, le ka mabaleng a bona, le ka mabaleng a Tempele ya Modimo, le lebaleng la Monyako wa Metsi, le lebaleng la Monyako wa Efraime. Setjhaba sohle sa batho ba neng ba etswa bothopuweng sa iketsetsa maphephe, sa dula ho wona. Ho tloha mehleng ya Joshua, mora wa Nune, ho fihlela ka letsatsi leo, bana ba Iseraele ba ne ba eso ka ba etsa jwalo, mme ba thaba haholo. Ka letsatsi le leng le le leng, ho tloha ka letsatsi la pele, ho fihlela ka letsatsi la ho qetela, Esera a nna a bala Buka ya Molao wa Modimo. Setjhaba sa keteka mokete oo ka matsatsi a supileng, mme ka letsatsi la borobedi ya eba phutheho e halalelang, ho ya ka Molao. Ka letsatsi la mashome a mabedi a metso e mene la kgwedi yona eo, bana ba Iseraele ba phutheha, ba itima dijo, ba apara tse mahwashe, ba itshela ka mobu dihloohong. Bao e leng ditloholo tsa Iseraele ba ikgetholla ho baditjhaba bohle; ba ema, ba ipolela dibe tsa bona, le dibe tsa bo-ntata bona. Ba qeta dihora tse tharo ba ntse ba eme, ba ballwa Bukeng ya Molao wa Morena Modimo wa bona. Ka dihora tse ding tse tharo ba ipolela dibe, mme ba kgumamela Morena Modimo wa bona. Jwale Balevi, e leng bo-Jeshua, le Bani, le Kademiele, le Shebaniya, le Buni, le Sherebiya, le Bani, le Kenani, ba ema sethaleng, ba ipiletsa ho Morena Modimo wa bona, ka mantswe a phahameng. Yaba Balevi, e leng bo-Jeshua, le Kademiele, le Bani, le Hashabeniya, le Sherebiya, le Hodiya, le Shebaniya, le Petahiya, ba re: “Emang, le boke Morena Modimo wa lona, ya hlolang kamehla yohle! Lebitso la hao le tlotlehang le bokwe, le fetang dipoko tsohle le dithoko tsohle! “Oho, Morena, ke wena o inotshi, ya entseng mahodimo, le mahodimo a mahodimo, le dinaledi, le lefatshe le tsohle tse ho lona, le mawatle, le tsohle tse ka ho wona; tsohle o babaletse bophelo ba tsona. Mabotho a lehodimo a a o kgumamela. Ke wena Morena Modimo ya neng a kgethe Aborame, wa mo ntsha naheng ya Ure, Ure ya Bakalatiya, wa mo rea lebitso la Aborahama. Wa fumana a tshepahala ho wena, yaba o etsa selekane le yena; wa mo tshepisa naha ya Bakanana, le ya Bahete, ya Baamore, le Baperise, le Bajebuse, le Bagirigashe; wa e tshepisa le ditloholo tsa hae; jwale o phethile tshepiso ya hao, hobane wena o lokile. “O bone matshwenyeho a bo-ntata rona, Egepeta, wa utlwa sello sa bona Lewatleng le Lefubedu. Wa etsetsa Faro dipontsho le dimakatso, wa di etsetsa bahlanka ba hae, wa di etsetsa le tjhaba sohle sa naha ya hae, hobane o no tseba boikalatiso ba bona, kamoo ba ikalatisetsang bona kateng. Bitso la hao la tuma, jwalokaha le tumile kajeno. Wa phatlola lewatle kapele ho bona, ba tshela lewatle mobung o ommeng; baphaladisi ba bona wa ba akgela bodibeng, jwaloka lejwe ha le akgelwa metsing a bilohang. Motsheare wa ba etella pele ka leru le lopaletseng, bosiu ka kganare e lopaletseng, ho ba bonesetsa tsela leetong la bona. Wa ba wa theohela hodima Thaba Sinai, wa bua le bona o theoha lehodimong; wa ba nea kahlolo tse lokileng le melao ya nnete, temoso tse lokileng le tsona ditaelo. Wa ba ruta Sabatha se halalelang sa hao, ka mohlanka wa hao Moshe wa ba beela melao, le ditaelo, le dikahlolo. “Wa ba fepa ka bohobe ba lehodimo ha ba lapile, wa ba fa metsi a tswang lefikeng ha ba nyorilwe, wa ba laela hore ba kene, ba ikgapele naha eo o neng o hlapanye hore o tla ba nea yona. Empa bona, le bo-ntata rona, ba ikakasa, ba ba manganga, ba se ke ba mamela melao ya hao. Ba hana ho mamela, ba lebala ketso tsa hao, dimakatso tsa hao, tse entsweng hara bona; ba se ke ba di natsa, ba ba manganga, ba o fetohela, ba ikgethela moetapele, hore a ba busetse bokgobeng ba bona. Empa o Modimo ya tshwarelang kamehla, o lereko, o mohau, o dieha ho halefa, o bile o lerato, mme ha o a ka wa ba furalla. Ba iketsetsa setshwantsho sa namane, ba re: Ke ona modimo o re ntshitseng Egepeta! Kahoo ba etsa nyefolo e kgolo! Empa ha o a ka wa ba furalla lehwatateng, hobane mohau wa hao o moholo haholo; motsheare leru le lopaletseng ha le a ka la nyamela, la nna la ba etella pele tseleng ya bona; bosiu kganare e lopaletseng ha e a ka ya fifala, ya nna ya ba bonesetsa ha ba ntse ba tsamaya. Wa ba romela Moya wa hao o molemo ho ba ruta, wa se ke wa ba tima manna a hao, wa ba fa metsi ho tlosa lenyora. Ka lemo tse mashome a mane, lehwatateng, wa ba fepa, ba se ke ba hloka letho; aparo tsa bona tsa se ke tsa taboha, maoto a bona a se ke a ruruha. “Wa ba nea mebuso le baditjhaba, wa ba abela dibaka tsa bona; ba ikgapela naha ya Sihone, le ya kgosi ya Heshebone, ba hapa le naha ya Oge, kgosi ya Bashane. Wa anafatsa bana ba bona sa naledi tsa lehodimo, wa ba fihlisa naheng e tshepisitsweng bo-ntata bona, hore ba kene ho yona, ba ikgapele yona. bana bao ba kena, ba ikgapela naha; wa kokobetsa Bakanana, baahi ba pele ba naha, wa neelana ka bona matsohong a Baiseraele, hore ka kgosi tsa bona ho etswe borata, le ka baahi ba tsona. Ba hapa diqhobosheane le naha e manoni, ba hapa le matlo a tletseng mefuta yohle ya thepa; didiba tse tjhekilweng, masimo a morara le a mohlwaare, le fate tsa tholwana tse ke ke be tsa balwa. Ba eja, ba kgora, mme ba atleha, ba atleha, ba phela ka boiketlo, tse molemo tsa hao tsa ba thabisa. “Leha ho le jwalo, ba se ke ba o mamela, ba se ke ba o mamela, ba o fetohela, Molao wa hao ba o siya morao; baporofeta ba hao bona ba ba bolaya, ha ba ba kgalemella ho ba busetsa ho wena; kahoo ba etsa nyefolo e kgolo! Wa ba neela dira tsa bona ho ba tuba, tlokotsing tsa bona ba ipiletsa ho wena, mme wa ba utlwa o le hodimong la hao. Ka baka la mehauhelo ya hao e mengata, wa ba nea bapholosi, ba ba lopolla ho dira tsa bona. Ha ba se ba phomotse ba etsa bokgopo mahlong a hao, wa ba tlohella dira tsa bona tsa ba busa; ba boela ba kgutlela ho wena, ba ipiletsa, wena wa ba utlwa o le hodimong la hao, ka makgetlo wa ba lopolla, ho ya ka mehauhelo ya hao. Wa ba kgalemela hore ba kgutlele Molaong wa hao, empa ba ikakasa, ba se ke ba mamela Molao wa hao. Ba tlola taelo tsa hao, taelo tse phedisang ba di phethang, ba o fetohela, ba ba manganga, ba ba ba se ke ba o mamela. Ka dilemolemo wa ba mamella, wa iphapanya, wa ba kgalema ka baporofeta ba hao, ka baporofeta ba susumetswa ke Moya wa hao, empa tsebe tsa bona tsa se ke tsa sekeha, yaba o neelana ka bona ho baahi ba naha tseo. Empa ka baka la mehauhelo e meholo ya hao, ha o a ka ba timetsa le ho ba furalla, hobane o Modimo ya lereko, ya mohau. “Jwale, ka baka lena, wena Modimo wa rona, Modimo e moholo, ya matla, Ramatshabeho, ya bolokang selekane sa hae, ya hauhelang, tsietsi tsohle tse re hlahetseng o se ka di bebola: Tse hlahetseng kgosi tsa rona le mahosana a rona, baprista ba rona le baporofeta ba rona, bo-ntata rona le tjhaba sena sa hao sohle, ho tloha mehleng ya dikgosi tsa Asure, ho fihlela le kajeno-ya-bokajeno! Ho tsohle tse re hlahetseng o sebeditse ka toka, o tshepahetse haholo, rona re entse bokgopo. Kgosi tsa rona le mahosana a rona, baprista ba rona le bo-natata rona, bohle ha ba a boloka Molao wa hao, kapa ba mamela ditaelo tsa hao, le dikgalemelo tseo o ba etseditseng tsona. Leha ba ne ba buswa ke kgosi tsa bona, ba iketlile, ba eja poqo-ka-hlanaka, naheng e batsi, e manoni, eo o ba fileng yona, ha ka ba o sebeletsa, ha ba a ka ba furalla makgopo a bona. Kajeno re makgoba naheng ya bo-ntata rona, naha eo o neng o ba abele yona, hore ba je tholwana tsa yona le menono ya yona; jwale ke mona re makgoba ho yona! Menono e mengata ya naha eo e jewa ke dikgosi tseo o di beileng hodima rona, wa di bea ka baka la dibe tsa rona; di re busa, le makgomo a rona di iketsetsa borata, mme rona re phela kahara tlokotsi tse kgolo!” “Ka baka la tsena tsohle, re etsa selekane sa nnete, re bile re a se ngola, mme mahosana a rona, le Balevi, le baprista, ba se tiisa ka ho ngola mabitso a bona.” Batho ba ileng ba tiisa selekane ka ho ngola mabitso a bona e ne e le mmusisi Nehemia, mora wa Hakaleya, le baprista bana: Sedekiya, le Seraya, le Asariya, le Jeremia, le Pashahure, le Amariya, le Malakiya, le Hatushe, le Shebaniya, le Maloke, le Harime, le Meremote, le Obadiya, le Daniele, le Ginetone, le Baruke, le Meshulame, le Abiya, le Miamine, le Maasiya, le Bilegai, le Shemaya. Balevi bona e ne e le bo-Jeshua, mora wa Asaneya, le Binui, e mong wa bara ba Henadade, le Kademiele, le bana babo bona, e leng bo-Shebaniya, le Hodiya, le Keleta, le Pelaya, le Hanane, le Mmika, le Rehobe, le Hashabiya; le Sakure, le Sherebiya, le Shebaniya, le Hodiya, le Bani, le Beninu. Baetapele ba setjhaba bona e ne e le Paroshe, le Pahate-Moabe, le Elame, le Satu, le Bani, le Buni, le Asegade, le Bebai, le Adoniya, le Bigifai, le Adine, le Atere, le Hisekiya, le Asure, le Hodiya, le Hashume, le Besai, le Harife, le Anatotiya, le Nebai, le Magepiashe, le Meshulame, le Hesire, le Meshesabele, le Sadoke, le Jadua, le Pelatiya, le Hanane, le Anaya, le Hoshea, le Hananiya, le Hashube, le Haloheshe, le Pileha, le Shobeke, le Rehume, le Hashabena, le Maasiya, le Ahiya, le Hanane, le Anane; le Maloke, le Harime, le Baana. Setjhaba sohle, le baprista, le Balevi, le balebedi ba menyako, le dibini, le basebeletsi ba Tempele, bohle bao ka baka la Molao wa Modimo ba ileng ba ikgetholla ho baahi ba dinaha tseo, le basadi ba bona, le bara ba bona, le baradi ba bona, e leng bohle ba nang le kutlwisiso, ba ikopanya le bana babo bona, le mahosana a bona, ba hlapanya hore, haeba ba ke ke ba latela Molao wa Modimo, oo ba o neilweng ke Moshe, mohlanka wa Modimo, ba rohakehe. Ba hlapanya le hore ba tla boloka, mme ba phethe melao yohle ya Morena Modimo wa bona, le dikahlolo tsa hae, le ditaelo tsa hae. Setjhaba sa hlapanya, sa re: “Re ke ke ra nyallana le baditjhaba. “Haeba baditjhaba ba ka tlisa dintho tseo ba di rekisang, kapa dijo, ka tsatsi la Sabatha, kapa ka letsatsi lefe le lefe le halalelang, re ke ke ra di reka, mme ka selemo sa bosupa masimo a rona a tla lala, re leballane melato ka selemo seo. “Re iketsetsa melao, eo ka yona re itlamang hore ka selemo le selemo re tla ntsha silefera e etsang boima ba dikeramo tse hlano, bakeng sa mosebetsi wa Tempele ya Modimo wa rona, le bakeng sa bohobe bo halalelang, le nyehelo ya dijo ya letsatsi ka leng, le nyehelo ya setjheso ya Sabatha se seng le se seng, le nyehelo ya ho thwasa ha kgwedi, le nyehelo ya mekete e kgethehileng, le nyehelo ya dintho tse halalelang, le nyehelo e tlosang sebe ho etsetsa setjhaba sa Iseraele tefelo ya sebe, bakeng sa mesebetsi yohle ya Tempele ya Modimo. “Re etsa lotho hara baprista, le Balevi, le setjhaba, hore re tle re bone hore na ke bo-mang, ho ya ka malapa abo bona, ba tla tlisa patsi ya nyehelo ka Tempeleng ya Modimo ka dinako tse beilweng ka selemo le selemo, e leng patsi e tla beswa hodima aletare ya Morena Modimo wa rona, jwalokaha ho ngotswe Molaong. “Ka selemo le selemo re tla tlisa ka Tempeleng ya Morena dilopotsiya tse tswang masimong a rona, le dilopotsiya tsa ditholwana tsa difate tsohle. “Jwalokaha ho ngotswe Molaong, re tla tlisa matsibolo a bara ba rona, le a diphoofolo tsa rona, le a mehlape ya dikgomo tsa rona, le a dikgutshwane tsa rona, ka Tempeleng ya Morena, re a nee baprista ba sebeletsang ka Tempeleng ya Morena. “Ka matlung a polokelo a Tempele ya Modimo wa rona, re tla tlisetsa baprista hlama ya dilopotsiya tsa koro, le dinyehelo tsa rona, le ditholwana tsa mefuta yohle ya difate, le tsa veine, le tsa ole. Re tla tlisetsa Balevi karolo e le nngwe ho tse leshome tsa tse tswang masimong a rona, hobane ke bona Balevi bao ba fumanang karolo e le nngwe ho tse leshome tsa tsohle tseo re di lemang. Moprista, eo e leng mora wa Arone, o tla ba teng ha Balevi ba amohela karolo e le nngwe ho tse leshome. Jwale Balevi ba tla tlisa karolo e le nngwe ya dikarolo tsohle tse leshome, e tswang dikarolong tsohle tsa leshome tse tlisitsweng ka Tempeleng ya Modimo wa rona, ba di kenye ka dikamoreng tsa letlole la Tempele. Bana ba Iseraele, le bana ba Levi, ba tla tlisa nyehelo ya koro, le ya veine e ntjha, le ya ole, ka dikamoreng tseo ho bolokelwang thepa ya Sehalalelo ka ho tsona, e leng moo baprista ba sebeletsang teng, le balebedi ba menyako, le dibini, ba dulang teng. “Ha e le rona, re ke ke ra furalla Tempele ya Modimo wa rona.” Baetapele ba setjhaba ba aha Jerusalema. Setjhaba sona sa etsa lotho, ho kgetha motho a le mong ho ba leshome, hore a yo aha Jerusalema, e leng motse o halalelang; ba robong, ho ba leshome, bona ba ahe metseng e meng. Setjhaba sa lakaletsa batho bohle ba ileng ba ithaopela ho aha Jerusalema lehlohonolo. Batho bana ke bona baetapele ba ileng ba aha Jerusalema. E ne e le Baiseraele ba bang, le baprista, le Balevi, le basebeletsi ba Tempele, le ditloholo tsa bahlanka ba Solomone, athe ba bang bona ba ile ba aha metseng ya habo bona, e naheng ya Juda. Ba bang ba morabe wa Juda, le ba morabe wa Benjamine, ba aha Jerusalema. Ho ba morabe wa Juda e ne e le bana: Ataya, mora wa Usiya, Usiya ya tswetsweng ke Sekariya, Sekariya ya tswetsweng ke Amariya, Amariya ya tswetsweng ke Shefatiya, Shefatiya ya tswetsweng ke Mahalalele, wa bara ba Perese, le Maasiya ya tswetsweng ke Baruke, Baruke ya tswetsweng ke Kolohose, Kolohose ya tswetsweng ke Hasaya, Hasaya ya tswetsweng ke Adaya, Adaya ya tswetsweng ke Joyaribe, Joyaribe ya tswetsweng ke Sekariya, Sekariya ya tswetsweng ke Shilone. Ditloholo tsa Perese, tse neng di ahile Jerusalema, e ne e le bahale ba bakgolo a mane le mashome a tsheletseng a metso e robedi. Ho ba morabe wa Benjamine e ne e le Salo ya tswetsweng ke Meshulame, Meshulame ya tswetsweng ke Joede, Joede ya tswetsweng ke Pedaya, Pedaya ya tswetsweng ke Kolaya, Kolaya ya tswetsweng ke Maasiya, Maasiya ya tswetsweng ke Itiele, Itiele ya tswetsweng ke Jeshaya. Salo o ne a hlahlangwa ke bo-Gabai le Salai, kaofela e le banna ba makgolo a robong le mashome a mabedi a metso e robedi. Mookamedi wa bona e ne e le Joele, mora wa Sikeri, mme Juda, mora wa Senua, e ne e le motlatsi wa mookamedi. Baprista e ne e le Jedaya, mora wa Joyaribe, le Jakine, le Seraya, mora wa Hilekiya, Hilekiya ya tswetsweng ke Meshulame, Meshulame ya tswetsweng ke Sadoke, Sadoke ya tswetsweng ka Meraote, Meraote ya tswetsweng ke Ahitube, Ahitube eo e neng e le mookamedi wa Tempele ya Modimo. Bana babo bona, ba neng ba sebeletsa ka Tempeleng, ba ne ba le makgolo a robedi le mashome a mabedi a metso e mmedi. Hape e ne e le Adaya, ya tswetsweng ke Jerohame, Jerohame ya tswetsweng ka Pelaleya, Pelaleya ya tswetsweng ke Amasi, Amasi ya tswetsweng ke Sekariya, Sekariya ya tswetsweng ke Pashahure, Pashahure ya tswetsweng ke Malakiya. Bana babo bona, e leng dihlooho tsa malapa abo bona, ba ne ba le makgolo a mabedi le mashome a mane a metso e mmedi. Hape e le Amashesai, mora wa Asariele, Asariele ya tswetsweng ke Akasai, Akasai ya tswetsweng ke Meshilemote, Meshilemote ya tswetsweng ke Imere. Bana babo bona, bao e neng e le bahale, ba ne ba le lekgolo le mashome a mabedi a metso e robedi. Mookamedi wa bona e ne e le Sabediele, mora wa Hagedoleme. Balevi e ne e le Shemaya ya tswetsweng ke Hashube, Hashube ya tswetsweng ke Asarikama, Asarikama ya tswetsweng ke Hashabiya, Hashabiya ya tswetsweng ke Buni. Bo-Shabetai le Josabada, bao e neng e le dihlooho tsa Balevi, bona ba ne ba laola mesebetsi e etswang kantle ho Tempele. Mataneya, mora wa Mmika, Mmika ya tswetsweng ke Sabedi, Sabedi ya tswetsweng ke Asafo, yena e ne e le motsamaisi wa dibini le moetapele wa dithapelo. Bakabukiya e ne e le motlatsi wa Mataneya. Hape e le Abada, mora wa Shamua, Shamua ya tswetsweng ke Galale, Galale ya tswetsweng ke Jedutune. Motseng ona o halalelang, Balevi bohle ba ne ba le makgolo a mabedi le mashome a robedi a metso e mene. Balebedi ba menyako e ne e le bo-Akube le Talamone, le bana babo bona. Ba ne ba le lekgolo le mashome a supileng a metso e mmedi. Baiseraele ba bang, le baprista, le Balevi, ba ne ba ahile metseng yohle ya Juda, motho ka mong a aha dithakong tsa ntatae. Basebeletsi ba Tempele bona ba ne ba ahile Ofele, ba okametswe ke Siha le Gishepa. Mookamedi wa Balevi Jerusalema, o ne e le Usi, mora wa Bani, Bani ya tswetsweng ka Hashabiya, Hashabiya ya tswetsweng ke Mataneya, Mataneya ya tswetsweng ke Mmika. Bara ba Asafo, bao e neng e le dibini, ba ne ba okametse tshebeletso ya Tempele ya Modimo. Ka taelo ya kgosi, dibini di ne di hlophiseditswe lenane leo di tla latellana ka lona tshebeletsong ya letsatsi ka leng. Petahiya, mora wa Meshesabole, e mong wa ditloholo tsa Sera, mora wa Juda, e ne e le letona la kgosi ditabeng tsohle tse amanang le setjhaba. Ba bang ba ditloholo tsa Juda ba ne ba ahile metseng le mathokong a yona, e leng Kiriate-Areba le metsaneng ya yona, le Dibone le metsaneng ya yona, le Jekabesele le metsaneng ya yona, le Jeshua, le Molada, le Bete-Pelete, le Hasara-Shuale, le Beeresheba le metsaneng ya yona, le Sikelage, le Mekona le metsaneng ya yona, le Ene-Rimone, le Sora, le Jaremute, le Sanowa, le Adulame le metsaneng ya yona, le Lakishe le mathokong a yona, le Aseka le metsaneng ya yona. Ba ne ba ahile ho tloha Beeresheba, ho ya fihla kgohlong ya Honome. Ditloholo tsa Benjamine, tse neng di etswa Geba, di ne di ahile Mikemase, le Aya, le Bethele le metsaneng ya yona, le Anatote, le Nobe, le Ananiya, le Hasore, le Rama, le Gitaime, le Hadide, le Seboime, le Nebalata, le Lode, le Ono, e leng kgohlong ya ditsebi tsa mesebetsi ya matsoho. Ho ne ho ena le dihlopha tse ding tsa Balevi, tse neng di ahile naheng ya ba morabe wa Juda, le naheng ya ba morabe wa Benjamine. Bana ke baprista le Balevi ba ileng ba kgutla le Serubabele, mora wa Shealetiele, le Jeshua: Seraya, le Jeremia, le Esera, le Amariya, le Maloke, le Hatushe, le Shekaniya, le Rehume, le Meremote, le Ido, le Ginetone, le Abiya, le Miamine, le Maadeya, le Bilega, le Shemaya, le Joyaribe, le Jedaya, le Salo, le Amoke, le Hilekiya, le Jedaya. Bana e ne e le dihlooho tsa baprista, le tsa bana babo bona, mehleng ya Jeshua. Balevi e ne e le Jeshua, le Binui, le Kademiele, le Sherebiya, le Juda. Bo-Mataneya le bana babo e ne e le bona ba tsamaisang difela tsa teboho. Bakabukiya le Uni, le bana babo bona, bona ba ne ba bina ba tobane le bo-Mataneya. Jeshua a tswala Joyakime, Joyakime a tswala Eleashibe, Eleashibe a tswala Joyada, Joyada a tswala Jonathane, Jonathane a tswala Jadua. Mehleng ya Joyakime ho ne ho ena le baprista, e leng dihlooho tsa malapa a bo-ntata bona. Lelapeng la Seraya e ne e le Meraya, ho la Jeremia e le Hananiya, ho la Esera e le Meshulame, ho la Amariya e le Jehohanane, ho la Meleku e le Jonathane, ho la Shebaniya e le Josefa, ho la Harime e le Adena, ho la Meraote e le Helekai, ho la Ido e le Sekariya, ho la Ginetone e le Meshulame, ho la Abiya e le Sikeri, ho la Miniyamine ya tswang Moadiya e le Piletai, ho la Bilega e le Shamua, ho la Shemaya e le Jehonathane, ho la Joyaribe e le Matenai, ho la Jedaya e le Usi, ho la Salai e le Kalai, ho la Amoke e le Ebere, ho la Hilekiya e le Hashabiya, ho la Jedaya e le Netanele. Mehleng ya bo-Eleashibe, le Joyada, le Johanane, le Jadua, ha ngolwa lenane la dihlooho tsa malapa a Balevi le a baprista, ho ya fihla mehleng ya puso ya Dariuse wa Peresiya. Bara ba Balevi, e leng dihlooho tsa malapa a bo-ntata bona, ba ngolwa Bukeng ya Diketsahalo, ho fihlela le mehleng ya Johanane, mora wa Eleashibe. Dihlooho tsa Balevi e ne e le bo-Hashabiya, le Sherebiya, le Jeshua, mora wa Kademiele, le bana babo bona, ba neng ba ema ba tobane le bona, ba rorisa, ba leboha Modimo, ho ya ka taelo ya Davida, mohlanka wa Modimo, mme ba neeletsana ha ba bina. Bo-Mataneya, le Bakabukiya, le Obadiya, le Meshulame, le Talamone, le Akube, e ne e le balebedi ba menyako, ba lebelang matlo a polokelo a pela menyako. Tsena di etsahetse mehleng ya Joyakime, mora wa Jeshua, setloholo sa Josadake, ha Nehemia e ne e le mmusisi, Esera e le moprista le Setsebi sa Molao. Ha ho kgakolwa lerako la Jerusalema, Balevi ba ile ba latwa dibakeng tsohle tseo ba neng ba phela ho tsona, ba tliswa Jerusalema, ho tla keteka mokete ona ka thabo, le ka teboho, le ka ho bina ka matlheretlhere, le ka dikatara, le ka diharepa. Dibini le tsona tsa latwa dibakeng tse potapotileng Jerusalema, le metsaneng ya Banetofa; tsa latwa le Bete-Gilegale, le dibakeng tse potapotileng Geba, le Asemafete, hobane dibini di ne di ikgahetse metse ho potapota Jerusalema. Baprista le Balevi ba itlhwekisa pele, ba nto hlwekisa setjhaba, le menyako, le lerako. Jwale nna, Nehemia, ka hlwesetsa mahosana a Juda hodima lerako, ka kgetha dihlopha tse pedi tse kgolo tsa dibini ho leboha. Sehlopha se seng sa ya ka letsohong le letona la lerako, ho ya nqa Monyako wa Thotobolo. Sehlopha seo sa latelwa ke Hoshaya le karolo e nngwe ya mahosana a Juda, le Asariya, le Esera, le Meshulame, le Juda, le Benjamine, le Shemaya, le Jeremia, le baprista ba bang ba letsang diterompeta, e leng Sekariya, mora wa Jonathane, Jonathane ya tswetsweng ke Shemaya, Shemaya ya tswetsweng ke Mataneya, Mataneya ya tswetsweng ke Mmikiya, Mmikiya ya tswetsweng ke Sakure, Sakure ya tswetsweng ke Asafo, le bana babo, bo-Shemaya, le Asariele, le Milalai, le Gilalai, le Maai, le Netanele, le Juda, le Hanani, ba letsa diletsa tsa Davida, mohlanka wa Modimo. Ba ne ba eteletswe pele ke Esera eo e neng e le Setsebi sa Molao. Ha ba fihla Monyako wa Sediba, o neng o le malebana le bona, ba nyoloha ka mehato ya motse wa Davida, moepeng o nyolohelang lerakong, kahodimo ho ntlo ya Davida, ho ya fihla Monyakong wa Metsi. Sehlopha se seng sa dibini tse etsang diteboho sa leba ka letsohong le letshehadi. Nna, Nehemia, ka se sala morao, ke ena le karolo e nngwe ya setjhaba e neng e le hodima lerako, ka nqane ho Tora ya Dibopi, ho ya fihla Lerakong le Sephara, le kahodima Monyako wa Efraime, le kahodimo ho Monyako wa Kgale, le kahodima Monyako wa Ditlhapi, le Tora ya Hananele, le Tora ya Mea, ho ya fihla Monyakong wa Dinku. Batho bana ba fihla ba ema Monyakong wa Tjhankana. Dihlopha tsena tse pedi tsa dibini tse etsang diteboho, tsa ema ka Tempeleng ya Modimo, hammoho le nna, le karolo e nngwe ya babusi. Baprista bo-Eleakime, le Maasiya, le Miniyamine, le Mmikiya, le Eleunai, le Sekariya, le Hananiya, ba ne ba letsa diterompeta, ba ena le bo-Maasiya, le Shemaya, le Eleasare, le Usi, le Jehohanane, le Malakiya, le Elame, le Esere. Dibini tse neng di tsamaiswa ke Jiserahiya tsa bina haholo. Ka lona letsatsi lena Baiseraele ba etsa mahlabelo a mangata, ba thaba, hobane Modimo o ne a ba thabisitse haholo. Basadi, hammoho le bana, le bona ba thaba, hoo ditlatse tsa thabo ya Jerusalema di ileng tsa ya utlwahala hole! Ka yona nako eo, ha kgethwa baokamedi ba matlo a polokelo ya matlotlo, le a polokelo ya dinyehelo, le a polokelo ya dilopotsiya, le a polokelo ya karolo e le nngwe ya ntho e nngwe le e nngwe eo ho fanweng ka yona ho tse leshome. Masimong a pela metse ba ne ba bokella diabo tseo Molao o reng e be tsa baprista le Balevi, hobane ba morabe wa Juda ba ne ba thabetse baprista le Balevi ba neng ba sebeletsa. Ba phetha mosebetsi wa Modimo wa bona le mosebetsi wa ho hlwekisa. Dibini le balebedi ba menyako le bona ba ne ba etsa jwalo, ho ya ka taelo ya Davida le ya Solomone mora wa hae. Kgale, mehleng ya Davida, le ya Asafo, ho ne ho ntse ho ena le batsamaisi ba dibini tse binang dipina tse rorisang, le tse lebohang Modimo. Le mehleng ya Serubabele, le mehleng ya Nehemia, ka tsatsi le leng le le leng, Baiseraele bohle ba nna ba ntshetsa dibini le balebedi ba menyako diabo tsa bona. Ba ntshetsa Balevi diabo tsa bona, mme Balevi le bona ba ba ba ntshetsa ditloholo tsa Arone diabo tsa tsona. Ka tsatsi leo batho ba ballwa Buka ya Moshe, mme ha fumanwa moo ho ngotsweng hore le ka mohla ho se be le ya mong wa Baamone le wa Bamoabe ya ka dumellwang ho kena phuthehong ya Modimo, hobane ha ba a ka ba phallela Baiseraele ka dijo le ka metsi, empa ba ile ba hira Bileame hore a ba rohake. Leha ho le jwalo, Modimo wa rona a fetola thohako eo hore e be lehlohonolo. Eitse ha ba utlwa Molao, ba qhelela ka thoko baditjhaba bohle le bohle ba tswetsweng ke Baiseraele ba nyallaneng le baditjhaba. Pele ho moo, moprista Eleashibe e ne e le molebedi wa dikamore tsa Tempele ya Modimo. O ne a amana le Tobiya ka lenyalo. O na mo lokiseditse kamore e kgolo, eo pele e neng e sebediswa ho boloka dinyehelo tsa dijo le mokubetso, le thepa, le karolo e le nngwe ya tseo ho fanweng ka tsona ho tse leshome tsa koro, le tsa veine e ntjha, le tsa ole, tseo ka molao ba neng ba lokela ho di nea Balevi, le dibini, le balebedi ba menyako, le dinyehelo tse neng di fuwa baprista. Empa ka nako ena yohle, nna Nehemia, ke ne ke se Jerusalema, hobane ka selemo sa mashome a mararo a metso e mmedi sa puso ya Aretaseresese, kgosi ya Babilona, ke ne ke ye ho yena. Kamora nako e itseng ka kopa hore kgosi e ntokolle, ke tsamaye. Ha ke fihla Jerusalema, ka elellwa bokgopo boo Eleashibe a ileng a bo etsa, ka ho lokisetsa Tobiya kamore mabaleng a Tempele ya Modimo. Taba ena ya nkutlwisa bohloko haholo. Ka ntsha thepa yohle ya Tobiya ka kamoreng eo, ka e lahlela kantle. Yaba ke laela hore ho hlwekiswe dikamore, mme tsa hlwekiswa. Ka nto kgutlisetsa thepa ya Tempele ya Modimo, le nyehelo ya dijo, le mokubetso, ka ho tsona. Ka hlokomela hore Balevi le dibini, e leng bona ba neng ba selebetsa, ha ba a ka ba newa seabo sa bona, kahoo e mong wa bona o ne a ipoeletse ha habo. Jwale ka omanya babusi, ka re ho bona: “Ke ka lebaka lang le furaletseng Tempele ya Modimo?” Yaba ke a ba bokella, mme ka kgutlisetsa e mong le e mong ditulong tsa hae. Bohle ba morabe wa Juda ba tlisa ka matlung a polokelo karolo e le nngwe ho tse leshome tsa koro, le tsa veine e ntjha, le tsa ole. Ka kgetha moprista Shelemiya, le Sadoke eo e neng e le mongodi, le Pedaya wa Molevi, ho ba baokamedi ba matlo a polokelo. Ba ne ba tlatsitswe ke Hanane, mora wa Sakure, setloholo sa Mataneya, hobane ba ne ba tshepahala, mme mosebetsi wa bona e le ho nea bana babo bona diabo tsa bona. Yaba ke re: “Oho, Modimo wa ka, ako nkgopole ka baka la hona. O se ke wa lebala mesebetsi ya ka e metle, eo ke e etseditseng Tempele ena ya Modimo wa ka, le ditshebeletso tsa yona!” Mehleng yona eo, ka bona batho ba bang naheng ya Juda, ba tlhotlang veine ka Sabatha, ba bang ba tlisa mangata a koro, ba a belesitse hodima ditonki, le veine, le morara, le feiye, le thepa ya mefutafuta, eo ba neng ba e tlisa Jerusalema ka Sabatha. Ka ba kgalemela hore ba se ke ba rekisa dijo ka tsatsi leo. Banna ba Tire, ba neng ba ahile, moo, ba ne ba tlisa dithlapi le thepa ya mefutafuta Jerusalema, ba e rekisetsa ba morabe wa Juda ka Sabatha. Ka kgalemela mahosana a Juda, ka re ho wona: “Ke bokgopo ba eng boo, boo le bo etsang, mme le hlompholla letsatsi la Sabatha? Bontata lona ba ne ba etse tjena, mme Modimo wa rona a re otla, a ba a otla le motse ona. Jwale, ka ho hlompholla Sabatha, le etsa hore Modimo a halefele Baiseraele le ho feta.” Eitse ha meriti ya mantsiboya e kwahela menyako Jerusalema, Sabatha se eso qalehe, ka laela hore menyako e kwalwe, mme e se ke ya ba ya bulwa ho fihlela Sabatha se feta. Ka re ba bang ba bahlanka ba ka ba lebele menyako, hore ho se be letho le ka kenngwang ka letsatsi la Sabatha. Ka lekgetlo le le leng kapa a mabedi, bahwebi le barekisi ba thepa ya mefutafuta ba ile ba robala kantle ho Jerusalema. Ka ba kgalemela, ka re: “Le roballang kantle ho lerako? Ha le ka la boela la etsa jwalo, ke tla le isa letsoho.” Ho tloha tsatsing leo, ha ba a ka ba hlola ba etla ka Sabatha. Ka laela Balevi hore ba itlhwekise, ba tlo lebela menyako, hore letsatsi la Sabatha le nne le halalele. Yaba ke re: “Modimo wa ka, ako nkgopole ka baka la hona, mme o mpaballe ka baka la boholo ba mohau wa hao.” Mehleng yona eo, ka bona Bajuda ba nyetseng basadi ba Ashedode, le ba Baamone, le ba Bamoabe. Karolo e nngwe ya bana ba bona e ne e bua puo ya Seashedode, kapa puo e nngwe ya ditjhaba tseo, empa ba sitwa ho bua Seheberu. Ka ba kgalemela, ka ba nea thohako, ka ba ka otla ba bang ba bona, ka ba hlotha moriri. Ka re ba hlapanye ka lebitso la Modimo, ba re: “Re ke ke ra nyallana le baditjhaba. Na Solomone, kgosi ya Iseraele, ha a a ka a etsa sebe ka ho etsa dintho tsee? Empa leha ho le jwalo, hara ditjhaba tse ngata ha ho ya ka ha eba le kgosi e kang yena, e neng e ratwa ke Modimo wa yona. Modimo a mmea ho ba kgosi ya Baiseraele bohle. Empa le yena o ile a dihelwa sebeng ke basadi ba baditjhaba. Jwale le re re le dumelle le etse bokgopo bo bokaalekaale, le sitelwe Modimo wa rona, ka ho nyala basadi ba baditjhaba?” E mong wa bara ba Joyada, setloholo sa Moprista e Moholo Eleashibe, e ne e le mokgwenyana wa Sanebalate wa Mohore. Yaba ke a mo leleka. Ka boela ka re: “Ako ba hopole, Modimo wa ka, hobane ba hlompholotse boprista, le selekane sa boprista, le sa Balevi.” Ka mokgwa o jwalo ka ba hlwekisa ka ho ba lahlisa mekgwa yohle ya baditjhaba, ka ba abela mesebetsi ya bona ya boprista le ya Balevi, e mong le e mong a ba mosebetsing wa hae. Ka ba ka ba beela nako ya ho tlisa patsi ya setjheso le ya ho tlisa dilopotsiya. Ka re: “Oho, Modimo wa ka, ako nkgopolele tse molemo!” Taba tsena di etsahetse mehleng ya Ahashuerushe ya neng a busa dinaha tse lekgolo le mashome a mabedi a metso e supileng, e leng ho tloha naheng ya India ho ya fihla naheng ya Kushe. Hona mehleng eo, kgosi Ahashuerushe o ne a dutse teroneng ya hae, motseng wa Shushane, e leng motse wa bokgosi. Ka selemo sa boraro sa puso ya hae, a etsetsa mahosana wohle a hae le bahlanka ba hae, mokete. Balaodi ba mabotho a Peresiya le Media, le mahosi le mahosana, le bona ba ne ba le teng. A nka matsatsi a lekgolo le mashome a robedi a ntse a ba bontsha matlotlo a mmuso wa hae o kgabane, le tlotla ya botlotlehi ba hae. Ha matsatsi ana a se a fetile, kgosi ya etsetsa setjhaba sohle sa yona mokete motseng wa Shushane, e leng motse wa bokgosi. Mokete ona wa etsetswa mahosana le bafo, mme wa qeta matsatsi a supileng. O ne o tshwaretswe mabaleng a serapa sa ntlo ya kgosi. Ho ne ho ena le masela a masweu, le a maputswa, a neng a leketlisitswe kgweleng e entsweng ka lesela le lohehileng, le perese, a tlameletswe mefitshaneng e neng e entswe ka silefera, mme e hoketswe ditshiyeng tsa mahakwe a masweu. Ditulo tse nang le mesamo di ne di entswe ka kgauta le ka silefera, di beilwe hodima lebala le katilweng ka mahakwe a mafubedu, le a masweu, le a boputswa ba lehodimo, le a matsho. Ba ba qhatsetsa dino ka dinwelong tsa mefutafuta tsa kgauta le tsa silefera. Veine ya kgosi e ne e le ngata haholo, ho ya kamoo kgosi e neng e fana kateng. Ho ne ho nowa ka molao wa hore ho se be ya qobellwang. Kgosi e ne e laetse bahlanka ba yona hore ba etsetse motho ka mong kamoo a ratang kateng. Mofumahadi Fashiti le yena a etsetsa basadi mokete ka tlung ya kgosi Ahashuerushe. Ka letsatsi la bosupa, ha kgosi e thabisitswe ke ho nwa veine, ya bitsa Mehumane, le Biseta, le Harebona, le Bigita, le Abakata, le Setare, le Karakase, e leng mahaole a supileng a neng a sebeletsa kgosi. Ya a laela hore a tlise mofumahadi Fashiti kapele ho kgosi, a rwetse mofapahlooho wa bofumahadi, hore setjhaba le mahosana a tlo boha botle ba hae, hobane mofumahadi o ne a le motle haholo. Empa mofumahadi Fashiti a hana ho tla ha mahaole a mo tsebisa taelo ya kgosi. Ka baka lena, kgosi ya halefa haholo, mme kgalefo ya yona ya tlokoma. Kaha e ne e le tlwaelo ya kgosi ho rerisana le bohle ba neng ba tseba molao le dikahlolo, yaba e bua le banna ba bohlale, ba neng ba tseba mehla eo. Bao e neng e le diphatho tsa kgosi ke bana: Kareshena, le Shetare, le Ademata, le Tarashishe, le Merese, le Maresena, le Memukane, e leng mahosana a supileng, a tswang Peresiya le Media, wona matona a neng a ema kapele ho kgosi, mme e le wona a ka sehloohong mmusong. Yaba kgosi e re ho bona: “Kaha mofumahadi Fashiti a sa phetha taelo ya kgosi Ahashuerushe, eo a mo rometseng yona ka mahaole a hae, ho ya ka molao eka kgona mofumahadi a etswe jwang?” Yaba Memukane o araba a le kapele ho kgosi le mahosana, o re: “Mofumahadi Fashiti ha a ya sitelwa kgosi feela, empa o sitetswe le mahosana wohle, le ditjhaba tsohle tse dinaheng tse buswang ke kgosi Ahashuerushe. Ketso ena ya mofumahadi e tla phatlalla, e fihle ho basadi bohle, mme ka hona ba tla tella banna ba bona, ha ba utlwa hore kgosi Ahashuerushe o ile a laela mofumahadi Fashiti hore a tle ho yena, empa mofumahadi a hana ho tla. Hona kajeno, dikgosatsana tsa Peresiya le Media tse utlwileng tsa boitshwaro bona ba mofumahadi, di tla etsa jwalo ho mahosana a kgosi, mme ho hlomphollana le ho halefelana ho ke ke ho hlola ho fela. “Haeba kgosi e ka kgahlwa, a ho ke ho tswe taelo ya kgosi, mme e ngolwe melaong ya Peresiya le ya Media, e le hore taelo eo e se ke ya fetolwa, ho thwe Fashiti a ke ke a hlola a ema kapele ho kgosi Ahashuerushe. Ditokelo tsa hae tsa bofumahadi di newe e mong e motle ho mo feta. Ha taelo ena ya kgosi e tla etswa, e phatlalatswa hohle mmusong wa kgosi o namileng, basadi bohle ba tla hlompha banna ba bona, ebang banna bao ke mahosana kapa ke bafo.” Keletso ena ya thabisa kgosi le mahosana, mme kgosi ya etsa kamoo Memukane a eleditseng kateng. Yaba kgosi e romela mangolo dinaheng tsohle tseo e di busang, naha ka nngwe ya ngollwa ka mongolo wa yona, setjhaba ka seng sa ngollwa ka puo ya sona, ha thwe monna e mong le e mong a laole lelapa la hae, ho buuwe puo ya habo. Kamora tsena, hoba kgalefo ya kgosi Ahashuerushe e kokobele, a hopola Fashiti le seo a ileng a se etsa, le kamoo a ileng a mo ahlola kateng. Yaba bahlanka ba kgosi ba e sebeletsang ba re ho yona: “A ho ke ho batlelwe kgosi barwetsana ba batle. Kgosi e kgethe bahlankana dinaheng tsohle tseo e di busang, hore ba kgobokanye barwetsana bohle ba batle, ba ba tlise Shushane, tlung eo basadi ba dulang ho yona, e bodiseng ba Hegai, e leng lehaole la kgosi le lebelang basadi. Barwetsana bana ba fuwe ditlolo tseo ba itlotsang ka tsona. Morwetsana ya tla kgahla kgosi, ke yena eo e tla ba mofumahadi bakeng sa Fashiti.” Keletso ena ya thabisa kgosi, mme kgosi ya etsa jwalo. Motseng wa Shushane, e leng motse wa bokgosi, ho ne ho ena le monna wa Mojuda, ya bitswang Moredekai, mora wa Jaire, setloholo sa Shimei, setloholwana sa Kishe wa Mobenjamine. Monna eo o ne a ile a thopuwa Jerusalema le bathopuwa ba neng ba thopilwe mmoho le Jekoneya, kgosi ya Juda, bao Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, a ileng a ba thopa. Moredekai o ne a ile a hodisa Hadasa, e leng Esetere, moradi wa malomae. Esetere e ne e le kgutsana, mme e le morwetsana e motle, ya seemo se bohehang. Hoba a shwellwe ke ntatae le mmae, Moredekai a mo hodisa jwalokaha eka ke moradi wa hae. Ha molao le taelo ya kgosi di utlwahala, mme barwetsana ba bangata ba se ba kgobokanyeditswe Shushane, tlung ya kgosi, moo ba neng ba le bodiseng ba Hegai, Esetere le yena a tliswa tlung ya kgosi, a ba bodiseng ba Hegai, molebedi wa basadi. Hegai a kgahlwa ke Esetere, mme a mo rata. Hegai a potlaka, a mo nea ditlolo tseo a itlotsang ka tsona, le dijo tse mo tshwanelang. A mo nea le barwetsana ba supileng ba kgethilweng tlung ya bokgosi, hore ba mo sebeletse. Hegai a isa Esetere le makgabunyane a hae sebakeng se setle tlung ya kgosi, moo ho neng ho dula basadi. Esetere o ne a sa ka a bolela hore na ke wa setjhaba sefe, le hore na o tswalwa kae, hobane Moredekai o ne a mo laile hore a se ke a bolela. Ka tsatsi le leng le le leng Moredekai o ne a ye a tsamaye kapele ho ntlo eo basadi ba dulang ho yona, hore a tsebe hore na Esetere o ntse a phela jwang, le hore na ba tla mo etsa jwang. Barwetsana ba ne ba beetswe nako ya selemo hore ba itlhwekise. Ka kgwedi tse tsheletseng ba ne ba itlotsa ka ole ya mmira, mme ka kgwedi tse ding tse tsheletseng ba inyanyatsa ka sente, ba itlotsa ka ditlolo, ho ya ka mokgwa wa basadi; ebe jwale ba thobiswa ka bomong ho iswa ho kgosi. Ka mokgwa o tjena, morwetsana e mong le e mong o ne a etla kapele ho kgosi. Eng kapa eng eo a neng a e batla o ne a e newa, a tswe le yona ka tlung eo ho dulang basadi ho yona, a ye le yona ka tlung ya kgosi. Mantsiboya o ne a ye a kene ka tlung ya kgosi, hoseng a kgutlele tlung esele, eo ho dulang basadi ho yona, e neng e le bodiseng ba Shaashagase, lehaole la kgosi, le neng le lebela basadi ba kgosi ba mafielo. Kamorao ho moo ebe ha a sa kgutlela ho kgosi hape, haese haeba kgosi e kgahlilwe ke yena, mme ya jwalo o ne a thonngwa ka lebitso. Ha nako ya Esetere ya hore a kene ka ho kgosi e fihla, a se ke a batla letho ha e se feela seo Hegai, lehaole la kgosi, molebedi wa basadi, a ileng a mo nea sona. Moredekai o ne a nkile Esetere jwalokaha eka ke moradi wa hae athe e ne e le moradi wa Abihaele, maloma Moredekai. Esetere a ratwa ke bohle ba neng ba mo tadimile. Ka kgwedi ya leshome, e leng kgwedi ya Pherekgong, selemong sa bosupa sa puso ya kgosi Ahashuerushe, Esetere a iswa ho kgosi Ahashuerushe, ka tlung ya hae ya bokgosi. Kgosi ya rata Esetere ho feta basadi bohle, ya mo hauhela, ya kgahlwa ke yena ho feta barwetsana bohle. Yaba e mo rwesa mofapahlooho wa bofumahadi sebakeng sa Fashiti. Kgosi ya etsetsa mahosana a yona le bahlanka ba yona mokete o moholo, e leng mokete wa Esetere. Kgosi ya laela hore letsatsi leo e be la phomolo dinaheng tsa yona; ya fana le ka dimpho tse lokelang boemo ba kgosi. Ha barwetsana ba se ba kgobokantswe kgetlo la bobedi, Moredekai o ne a dutse monyakong wa kgosi. Esetere o ne a eso ka a bolela hore o tswalwa kae, le hore na ke wa setjhaba sefe, ho ya kamoo Moredekai a ileng a mo laya kateng. Esetere a phetha taelo ya Moredekai, jwalokaha a ile a etsa ha a ne a mo hodisa. Hona matsatsing ao, ha Moredekai a dutse monyakong wa kgosi, mahaole a mabedi a kgosi, e leng Bigitane le Tereshe, e leng a mang a balebedi ba monyako, a halefa, mme a rera ho bolaya kgosi Ahashuerushe. Moredekai a utlwela morero ona, mme a tsebisa mofumahadi Esetere. Esetere a bolella kgosi taba ena lebitsong la Moredekai. Ha etswa patlisiso, mme ha fumanwa taba ena e le nnete. Banna bao ba babedi ba fanyehwa sefateng. Taba ena ya ngolwa Bukeng ya Diketsahalo, moo kgosi e ntseng e bona. Kamora tsena, kgosi Ahashuerushe a phahamisa Hamane, mora wa Hamedata wa Moakake, a mo etsa mookamedi wa mahosana wohle a neng a sebetsa le yena. Bahlanka bohle ba kgosi, ba neng ba le monyakong wa kgosi, ba ne ba obama kapele ho Hamane, ba isa hlompho. Kgosi e ne e ile ya ba laela ho etsa jwalo ho Hamane. Empa Moredekai yena ha a a ka a obamela Hamane, leha e le ho isa hlompho ho yena. Jwale bahlanka ba kgosi, ba neng ba le monyakong wa kgosi, ba re ho Moredekai: “Ke ka baka lang ha o tlola taelo ya kgosi?” Ka letsatsi le leng le le leng bahlanka ba kgosi ba nna ba buisana le yena hore a phethe taelo ya kgosi, empa a se ke a ba mamela; kahoo ba bolella Hamane taba ena, hore ba tle ba bone hore na o tla etsa jwang, hobane Moredekai o ne a ile a ba bolella hore yena ke Mojuda. Ha Hamane a bona hore Moredekai o hana ho mo obamela, le ho isa hlompho ho yena, a loloma ke bohale. Hoba Hamane a utlwe hore Moredekai ke wa setjhaba sefe, a bona ho sa tshwanele hore a bolaye yena feela. Yaba o rera hore a bolaye setjhaba sohle sa habo Moredekai, e leng Bajuda bohle ba dinaheng tsohle tse buswang ke Ahashuerushe. Ka kgwedi ya pele, e leng kgwedi ya Mmesa, selemong sa leshome le metso e mmedi sa puso ya Ahashuerushe, ha etswa Pure, e leng lotho, moo Hamane a ntseng a le teng. Hona ha nna ha etswa ka tsatsi le leng le le leng la kgwedi e nngwe le e nngwe, ho ya fihla kgweding ya leshome le metso e mmedi, e leng kgwedi ya Hlakubele. Yaba Hamane o re ho kgosi Ahashuerushe: “Dinaheng tsohle tsa mmuso wa hao, ho na le setjhaba se itseng, se hasahasaneng hara ditjhaba tsohle tse mmusong wa hao. Melao ya setjhaba seo e fapane le ya ditjhaba tsohle tse ding, mme setjhaba seo ha se boloke melao ya kgosi. Ka baka lena, kgosi e ke ke ya fumana molemo wa letho ka ho tlohela setjhaba seo. Haeba kgosi e ka kgahlwa, a ho ke ho ngolwe taelo ya hore tjhaba seo se timetswe; mme tjhelete e tla lefa ba tla phetha mosebetsi oo, e leng silefera e etsang boima ba dikilo tse dikete tse makgolo a mararo le mashome a mane, ke tla e kenya letloleng la kgosi.” Yaba kgosi e rola lesale la yona la monwana, e le rwesa Hamane, mora wa Hamedata wa Moakake, eo e neng e le sera sa Bajuda. Kgosi ya re ho Hamane: “Ke o nea tjhelete eo, ke o nea le setjhaba seo, hore o iketsetse borata ka sona.” Ka letsatsi la leshome le metso e meraro la kgwedi ya pele bangodi ba kgosi ba bitswa, ba ngolla balaodi ba kgosi, le babusi ba dinaha tsohle le mahosana a dinaha tsohle, ho ya kamoo Hamane a ileng a laela kateng. Mangolo ana a ngollwa ditjhaba tsohle ka mengolo ya tsona le ka dipuo tsa tsona; a ngolwa lebitsong la kgosi Ahashuerushe, a tiiswa ka tiiso ya lesale la kgosi la monwana. Maqosa a isa mangolo ana dinaheng tsohle tsa kgosi, hore ka tsatsi le le leng, la leshome le metso e meraro la kgwedi ya leshome le metso e mmedi, e leng kgwedi ya Hlakubele, ho tle ho timetswe, ho bolawe, ho ripitlwe Bajuda bohle, ba batjha le maqheku, masea le basadi, mme ho hapuwe tsohle tsa bona. Kopi ya lengolo lena e ne e lokela ho phatlalatswa e le molao dinaheng tsohle, hore setjhaba sohle se tsebe, mme se itokisetse letsatsi leo. Maqosa a matha ka potlako, a susumetswa ke taelo ya kgosi, mme taelo eo ya phatlalatswa Shushane, motseng wa bokgosi. Jwale kgosi le Hamane ba dula, ba enwa, empa motse wa Shushane wona o ne o ferekane. Ha Moredekai a tsebile tsohle tse entsweng, a hahola diaparo tsa hae, a apara tse mahwashe, a itshela ka molora, a tsamaya hara motse, a ntse a bokolla haholo ka sello se bohloko. A fihla a ema kapele ho monyako wa kgosi, hobane ho ne ho se ya ka kenang ka monyako wa kgosi a apere tse mahwashe. Naheng e nngwe le e nngwe, eo taelo ena ya kgosi e ileng ya fihla ho yona, ya eba seboko se seholo hara Bajuda. Ba itima dijo, ba lla, ba bokolla; ba bangata ba ala tse mahwashe, ba ipitika moloreng. Makgabunyane a Esetere le mahaole a hae, a fihla a mmolella. Mofumahadi Esetere a utlwa bohloko haholo, mme a romela diaparo ho Moredekai, hore a apare, a hlobole tse mahwashe, empa Moredekai a se ke a di amohela. Jwale Esetere a bitsa Hatake, e mong wa mahaole a kgosi ya neng a mo sebeletsa, a mo laela hore a yo bona hore na molato ke ofe ho Moredekai, le hore na ke hobaneng. Yaba Hatake o ya ho Moredekai, lebaleng le neng le le kapele ho monyako wa kgosi. Moredekai a mmolella tsohle tse mo hlahetseng, le tsa tjhelete eo Hamane a tshepisitseng hore o tla e kenya letloleng la kgosi, hore ho tle ho timetswe Bajuda. A mo nea le lengolo la taelo e phatlaladitsweng Shushane, ya hore ho timetswe Bajuda. A re a yo le nea Esetere, a mo hlalosetse lona, a be a mo laele hore a ye kapele ho kgosi, ho ya mo etsetsa thapedi, le ho batlela setjhaba sa habo thuso ho kgosi. Hatake a fihla, a bolella Esetere ditaba tsa Moredekai. Esetere a boela a bua le Hatake, a mo nea taelo e yang ho Moredekai, a re: “Bahlanka bohle ba kgosi, le setjhaba sohle se dinaheng tsa kgosi, ba a tseba hore mang kapa mang, e ka ba monna kapa mosadi, ya kenang ka seotlwaneng se kahare sa kgosi, a sa bitswa, molao o mong feela: Ke hore a bolawe, haese feela eo kgosi e ka mo supang ka lere la yona la kgauta, hore a se ke a bolawa. Empa e se e le matsatsi a mashome a mararo ke eso ka ke bitswa hore ke ye ho kgosi.” Ba bolella Moredekai dipolelo tsa Esetere. Yaba Moredekai o re ba bolelle Esetere, ba re: “U se ke wa hopola hore kaha o le ka tlung ya kgosi o tla phonyoha ha Bajuda ba bolawa. Haeba ka nako ena o ka kgutsa tu! ho namolelwa ha Bajuda le ho pholoswa ha bona, ho tla hlaha sebakeng se seng, empa haele wena le lelapa la ntatao le tla timetswa. Ke mang ya ka tsebang haeba o beilwe ditulong tseo, o beelwa nako e kang ee?” Esetere a re ba arabe Moredekai, ba re: “Tsamaya, o yo phutha Bajuda bohle ba teng mona Shushane. Ka matsatsi a mararo, bosiu le motsheare, le itime dijo ka baka la ka, le se ke la ba la ja letho, kapa la nwa letho. Le rona le makgabunyane a ka re tla itima dijo ka mokgwa o jwalo. Jwale ke hona ke tla ya ho kgosi, le hoja e tla be e se ka molao. Haeba ke eshwa, ke tla shwa.” Moredekai a tsamaya, mme a phetha tsohle tseo Esetere a mo laetseng tsona. Ka letsatsi la boraro Esetere a apara seaparo sa hae sa bofumahadi, mme a ya ema kahare ho seotlwana sa ntlo ya kgosi, a tobana le ntlo ya kgosi. Kgosi e ne e dutse teroneng ya yona, ka tlung ya bokgosi, kapele ho monyako wa ntlo. Ha kgosi e bona Esetere a eme ka seotlwaneng, ya mo hauhela, yaba e mo supa ka lere la yona la kgauta, leo e neng e le tshwere. Esetere a atamela, a ama ntlha ya lere la kgosi. Kgosi ya re ho yena: “Oho, mofumahadi Esetere, o batla ho etsetswa eng? O lakatsang? Seo o se lakatsang o tla se newa, leha e ka ba halofo ya mmuso wa ka.” Esetere a araba, a re: “Haeba e le ntho e ka kgahlang kgosi, hona kajeno, kgosi le Hamane ba ke ba tle moketeng oo ke o lokiseditseng kgosi.” Yaba kgosi e re: “Potlakang le bitse Hamane, re phethe seo Esetere a se boletseng!” Kgosi le Hamane ba ya moketeng oo Esetere a neng a o lokisitse. Ha ho ntse ho nowa veine, kgosi ya re ho Esetere: “Thapedi ya hao ke efe? E tla ananelwa. Kopo ya hao ke efe? E tla phethahatswa, leha e ka ba halofo ya mmuso wa ka.” Yaba Esetere o a araba, o re: “Thapedi ya ka, le kopo ya ka, ke ena: Haeba kgosi e nkgauhetse, mme eba ke ntho e kgahlang kgosi ho phethahatsa thapedi le kopo ya ka, kgosi le Hamane ba ke ba tle moketeng oo ke tla be ke ba lokiseditse wona hosasane, mme teng ke tla araba potso ya kgosi.” Ka tsatsi leo Hamane a tsamaya a thabile, a nyakaletse. Empa eitse ha Hamane a bona Moredekai monyakong wa ntlo ya kgosi, mme a lemoha hore Moredekai ha a eme, ha a mo tshohe, a mo halefela haholo. Leha ho le jwalo Hamane a itshwara, a ba a ya fihla ha hae, a bitsa metswalle ya hae, le Sereshe mosadi wa hae. Hamane a ba phetela tsa bongata ba maruo a hae, le kamoo bara ba hae ba leng bangata kateng, le mesebetsi yohle eo kgosi e mo phahamiseditseng ho yona, le kamoo e mmeileng ho okamela mahosana le bahlanka ba kgosi kateng. Yaba Hamane o re: “Mofumahadi Esetere le yena ha a a ka a dumella motho ho tla le kgosi moketeng oo a neng a o lokisitse, haese nna feela. Le hosasane nna, hammoho le kgosi, ke sa memetswe moketeng wa hae. Empa tsena tsohle ha di nthuse ka letho, ha feela ke ntse ke bona Moredekai wa Mojuda a dutse monyakong wa ntlo ya kgosi.” Bo-Sereshe, mosadi wa hae, le metswalle yohle ya hae, ba re ho yena: “A re hlomeng sefate seo ho fanyehwang batho ho sona, se bophahamo ba dimethara tse mashome a mabedi a metso e mmedi, mme hosasane o bue le kgosi hore Moredekai a fanyehwe ho sona, ebe jwale o ya moketeng le kgosi, ho ya ithabisa.” Taba ena ya kgahla Hamane, a ba a re ho hlongwe sefate seo ho fanyehwang batho ho sona. Bosiung bona boo kgosi ya hlobaela, ya ba ya laela hore e tlisetswe buka eo ho ngotsweng diketsahalo tse fetileng ho yona, mme ya e ballwa. Ha fumanwa bukeng eo ho ngotswe hore Moredekai o kile a sebela kgosi tsa morero wa bo-Bigitane le Tereshe wa ho bolaya kgosi. Bana e ne e le mahaole a mabedi a kgosi, e bile e le balebedi ba monyako, ba neng ba batla ho bolaya kgosi Ahashuerushe. Yaba kgosi e re: “Moredekai o kile a newa tlotla efe le hlompho efe ka ketso eo?” Bahlanka ba kgosi ba neng ba e sebeletsa, ba re: “Ha ho letho leo a kileng a le etsetswa!” Kgosi ya re: “Ke mang ya ka seotlwaneng?” Ka yona nako eo Hamane o ne a sa tswa kena ka seotlwaneng se kantle ho ntlo ya kgosi, ho ya bua le kgosi hore e fanyehe Moredekai sefateng seo ho fanyehwang batho ho sona, seo a mo lokiseditseng sona. Bahlanka ba kgosi ba re ho yona: “Ke Hamane ya emeng ka seotlwaneng.” Kgosi ya re: “Ereng a kene!” Yaba Hamane o a kena. Kgosi ya re ho yena: “Ho etswe jwang ka motho eo kgosi e thabelang ho mo tlotla?” Hamane a bua ka pelo, a re: “E ka ba mang eo kgosi e ka thabelang ho mo tlotla, haese nna!” Hamane a araba kgosi, a re: “Motho eo kgosi e thabelang ho mo tlotla, a tlisetswe seaparo se aparwang ke kgosi, a tlisetswe le pere e palangwang ke kgosi, le mofapahlooho o rwalwang ke kgosi. Seaparo seo, le pere eo di newe e mong wa mahosana a tlotlehang haholo a kgosi, e le hore mahosana ao a tle a apese motho eo seaparo seo, mme a mo tsamaise lebaleng la motse a palame pere. Mahosana ao a howe, a re: Sena ke sona se tla etswa ho motho eo kgosi e thabelang ho mo tlotla! ” Kgosi ya re ho Hamane: “Potlaka he o nke seaparo seo, le pere eo, mme Moredekai wa Mojuda, ya dutseng monyakong wa ntlo ya kgosi, o mo etse jwalokaha o boletse, o phethe tsohle tseo o di boletseng.” Jwale Hamane a nka seaparo seo, le pere eo, a apesa Moredekai seaparo, a mo palamisa pere, a mo tsamaisa lebaleng la motse, a howeletsa a le kapele ho yena, a re: “Sena ke sona se tla etswa ho motho eo kgosi e thabelang ho mo tlotla!” Moredekai a boela monyakong wa kgosi, empa Hamane yena a potlakela ha hae, a sulafaletswe, a ikgurumeditse hlooho. Hamane a bolella Sereshe, mosadi wa hae, le metswalle ya hae yohle, tsohle tse mo hlahetseng. Yaba metswalle eo ya hae e bohlale, le Sereshe, mosadi wa hae, ba re ho yena: “Haeba Moredekai, eo o seng o qadile ho theoha boemong ba hao kapele ho yena, e le wa leloko la Bajuda, o ke ke wa hlola o mo hlola, empa o tla fela o timele!” Yare ba sa ntsane ba buisana le yena, mahaole a kgosi a fihla, a potlakisetsa Hamane moketeng oo Esetere a o lokisitseng. Jwale kgosi le Hamane ba tla moketeng wa dijo wa Esetere. Ka tsatsi la bobedi la mokete wa veine, kgosi ya boela ya re ho Esetere: “Oho, mofumahadi Esetere, thapedi ya hao ke efe? E tla ananelwa. Kopo ya hao ke efe? E tla phethwa, esita leha eba ke halofo ya mmuso wa ka.” Yaba mofumahadi Esetere o a araba, o re: “Oho, kgosi ya ka, haeba o nkgauhetse, mme eba o ka kgahlwa ho etsa jwalo, thapedi ya ka, le kopo ya ka, ke hore bophelo ba ka, le ba setjhaba sa heso, bo baballwe. Rona le setjhaba sa heso, re se re rekisitswe hore re timetswe, re bolawe, re ripitlwe. Haeba re ne re rekisitswe hore re be makgoba le makgabunyane, nka be ke kgutsitse, hobane leha re ne re ka hlokofatswa ho ne ho ke ke ha tshwana leha kgosi e ne e lahlehelwa ke rona.” Yaba kgosi Ahashuerushe o araba mofumahadi Esetere, o re: “Ke mang yena eo? O kae yena eo ya bileng le sebete sa ho etsa jwalo?” Esetere a re: “Mohlorisi eo, le sera seo se re hloileng, ke Hamane enwa ya kgopo!” Hamane a tshoha hoo kgosi le mofumahadi ba ileng ba lemoha. Kgosi ya ema e loloma ke bohale, ya siya mokete hoja ho nowa veine, ya ya ka serapeng sa ntlo ya kgosi. Hamane yena a sala, a kopa mofumahadi Esetere hore a mpe a baballe bophelo ba hae, hobane o ne a lemohile hore kgosi e mo reretse bobe. Kgosi ya kgutla serapeng sa ntlo ya kgosi, ya boela moketeng wa ho nwa veine. Hamane yena o ne a wetse hodima setulo sa sofa seo Esetere a neng a dutse ho sona. Yaba kgosi e re: “Na ke hore o tla be a bete mofumahadi ke ntse ke le kamoo ka tlung?” Hanghang hoba kgosi e rialo, mahaole a kgurumetsa sefahleho sa Hamane. Harebona, e leng e mong wa mahaole a sebeletsang kgosi, a re: “Bonang! Lapeng ha hae, Hamane o hlomme sefate seo ho fanyehwang batho ho sona, se bophahamo ba dimethara tse mashome a mabedi a metso e mmedi. O se hlometse ho fanyeha Moredekai ya neng a bolelle kgosi taba tse ileng tsa e tswela molemo.” Yaba kgosi e re: “Fanyehang Hamane hona sefateng seo!” Yaba ba fanyeha Hamane hona sefateng sona seo Hamane a neng a se etseditse Moredekai. Jwale kgalefo ya kgosi ya kokobela. Ka lona letsatsi leo, kgosi Ahashuerushe a nea mofumahadi Esetere dintho tsohle tsa Hamane, sera sa Bajuda. Moredekai a fihla a ema kapele ho kgosi, hobane Esetere o ne a ile a e bolella hore na o amana jwang le yena. Kgosi ya nka lesale la yona la monwana, leo e ileng ya le rodisa Hamane, ya le rwesa Moredekai. Yaba Esetere o bea Moredekai hore e be mookamedi wa dintho tsohle tsa Hamane. Esetere a boela a bua le kgosi, a itihela maotong a yona, a ipiletsa ho yona ka dikgapha, hore e fedise bobe bo rerilweng ke Hamane wa Moakake, le morero wa hae oo a neng a o reretse Bajuda. Yaba kgosi e supa Esetere ka lere la yona la kgauta. Esetere a atamela a ema kapele ho kgosi, mme a re: “Haeba e le ntho e ka kgahlang kgosi, mme eba kgosi e nkgauhetse, le ntho ena e bonahala e le molemo ho kgosi, mme eba le nna ke kgahla kgosi, a ho ke ho ngolwe mangolo a hlakolang seo Hamane, mora wa Hamedata wa Moakake, a ileng a se ngola hore ho timetswe Bajuda ba dinaheng tsohle tsa kgosi. Nka tiisetsa jwang ho bona bobe bo tla etswa ho setjhaba sa heso? Kapa nka tiisetsa jwang ho bona bang ka nna ba timetswa?” Yaba kgosi Ahashuerushe o re ho mofumahadi Esetere le ho Moredekai wa Mojuda: “Bonang mona, ke neile Esetere dintho tsohle tsa Hamane, mme Hamane yena ba se ba mo fanyehile sefateng seo ho fanyehwang batho ho sona, hobane o ne a rerile ho timetsa Bajuda. Le lona le ngolle Bajuda kamoo le ratang kateng, le ngole lengolo lena lebitsong la kgosi, le be le le tiise ka lesale la kgosi la tiiso, hobane lengolo leo le tla ngolwa lebitsong la kgosi, mme le tiiswe ka tiiso ya lesale la kgosi la monwana, le ke ke la fetolwa ke motho.” Ka letsatsi la mashome a mabedi a metso e meraro la kgwedi ya boraro, e leng kgwedi ya Phuptjane, bangodi ba kgosi ba bitswa. Yaba ho ngolwa ho latela sohle seo Moredekai a ileng a se laela. Ha ngollwa Bajuda le baokamedi ba mabotho, le batlatsi ba bona, le babusi le mahosana a dinaha, ho tloha India ho ya fihla Kushe, e leng babusi ba dinaha tse lekgolo le mashome a mabedi a metso e supileng. Ha ngollwa naha e nngwe le e nngwe ka mongolo wa yona le setjhaba se seng le se seng ka puo ya sona, le Bajuda ba ngollwa ka mongolo wa bona le ka puo ya bona. Moredekai a ngola lebitsong la kgosi Ahashuerushe, mme mangolo ao a a tiisa ka tiiso ya lesale la kgosi la monwana. Mangolo ana a romellwa ka maqosa a palameng dipere tsa kgosi, tsa madi, tse lebelo. Mangolong ana kgosi ya fana ka tumello ya hore Bajuda ba metseng yohle ba kgobokane, mme ba itshireletse ka ho fedisa, le ho bolaya, le ho ripitla mabotho a setjhaba sefe kapa sefe, le naha efe kapa efe e ka ba futuhelang. Ba timetse masea le basadi, ba ikgapele maruo a batho bao. Hona ho etsahale ka letsatsi le le leng, dinaheng tsohle tse buswang ke kgosi Ahashuerushe; letsatsi leo e be la leshome le metso e meraro la kgwedi ya leshome le metso e mmedi, e leng kgwedi ya Hlakubele. Kopi ya taelo ena eo e tla ba molao, e phatlalletswe ditjhaba tsohle dinaheng tsohle e le hore Bajuda ba itokisetse ho iphetetsa ho dira tsa bona ka lona letsatsi leo. Maqosa a palameng dipere tsa kgosi, tsa madi, tse lebelo, a palama ka potlako, a kgannwa ke taelo ya kgosi. Taelo ena ya phatlalatswa le Shushane, tlung ya kgosi. Yaba Moredekai o tloha kapele ho kgosi, a apere seaparo sa bohosana se mmala o moputswa le o mosweu, a rwetse mofapahlooho o moholo wa kgauta; a apere le seaparo se entsweng ka lesela le lohehileng, le perese. Motse wa Shushane wa thaba, wa nyakalla. Bajuda ba hlahelwa ke lesedi, le thabo, le nyakallo, le tlotla. Naheng e nngwe le e nngwe le motseng o mong le o mong, moo taelo ya kgosi le molao wa yona o ileng wa fihla teng, Bajuda ba thaba, ba nyakalla, ba keteka, ya eba letsatsi le monate. Baahi ba bangata ba naha eo ba ipitsa Bajuda, hobane ba ne ba tshaba Bajuda. Ka letsatsi la leshome le metso e meraro la kgwedi ya leshome le metso e mmedi, e leng kgwedi ya Hlakubele, taelo le molao wa kgosi o ne o lokela ho phethahatswa. Ka letsatsi lena, dira tsa Bajuda di ne di tshepile hore di tla ba hlola, empa ditaba tsa fetoha, ya eba Bajuda ba hlolang dira tsa bona. Bajuda ba kgobokanela metseng ya bona, dinaheng tsohle tse buswang ke kgosi Ahashuerushe, hore ba futuhele ba neng ba rerile ho ba timetsa. Ha ho motho ya kileng a ba ema kapele, hobane ditjhaba tsohle di ne di ba tshaba. Mahosana wohle a dinaha, le baokamedi ba mabotho, le babusisi, le bahlanka ba kgosi, ba ne ba thusa Bajuda, hobane ba ne ba tshaba Moredekai. Moredekai o ne a le moholo lapeng la kgosi, mme botumo ba hae ba phatlalla le dinaha tsohle, hobane Moredekai enwa o ne a ntse a matlafala le ho feta. Bajuda ba bolaya dira tsohle tsa bona ka sabole, ba di rinya, ba di timetsa, mme ba iketsetsa borata ka ba neng ba hloile Bajuda. Motseng wa kgosi, wa Shushane, Bajuda ba bolaya batho ba makgolo a mahlano. Ba bolaya Parashanedata, le Dalefone, le Asapata, le Porata, le Adaleya, le Aridata, le Paramasheta, le Arisai, le Aridai, le Fajesata, e leng bara ba leshome ba Hamane, mora wa Hamedata, sera sa Bajuda, empa ba se ke ba hapa thepa ya babolauwa bohle. Ka lona letsatsi leo, kgosi ya tlisetswa palo ya batho ba bolailweng motseng wa kgosi wa Shushane. Jwale kgosi ya re ho mofumahadi Esetere: “Bajuda ba bolaile banna ba Shushane ba makgolo a mahlano, le bara ba leshome ba Hamane. Dinaheng tse ding tsa kgosi teng ba entseng? Thapedi ya hao ke efe? E tla ananelwa. Kopo ya hao ke efe hape? E tla phethahatswa.” Yaba Esetere o re: “Haeba e le ntho e ka kgahlang kgosi, a ho ke ho dumellwe Bajuda ba Shushane, hore hosasane le bona ba etse seo taelo ena ya kajeno e se bolelang, le hore bara ba Hamane ba leshome ba fanyehwe sefateng seo ho fanyehwang batho ho sona.” Yaba kgosi e laela hore ho etswe jwalo. Ha ntshwa taelo Shushane, mme bara ba Hamane ba leshome ba fanyehwa. Ka letsatsi la leshome le metso e mene la kgwedi ya Hlakubele, Bajuda ba Shushane ba kgobokana, mme ba bolaela batho ba makgolo a mararo hona moo Shushane, empa ba se ke ba hapa thepa ya bona. Bajuda ba bang ba dinaheng tsa kgosi, ba kgobakana, ba itshireletsa, ba phomola direng tsa bona. Ba bolaya dira tsa bona tse dikete tse mashome a supileng a metso e mehlano, empa ba se ke ba hapa thepa ya tsona. Tsena di etsahetse ka letsatsi la leshome le metso e meraro la yona kgwedi eo, mme ka letsatsi la leshome le metso e mene ba phomola, ya eba letsatsi la mokete le la thabo. Ka letsatsi la leshome le metso e meraro, le la leshome le metso e mene, la yona kgwedi eo, Bajuda ba Shushane ba kgobokana. Ka letsatsi la leshome le metso e mehlano la yona kgwedi eo, ba phomola, ya eba letsatsi la mokete le la thabo. Kahoo Bajuda ba ahileng metsaneng a ka mathoko ba etsa hore letsatsi la leshome le metso e mene la kgwedi ya Hlakubele, e be letsatsi la thabo le la mokete, letsatsi le monate, la ho abelana dimpho. Moredekai a ngola mangolo ao ho wona a ngotseng dintho tsena, mme a a romela ho Bajuda bohle ba dinaheng tsohle tse haufi le tse hole, tse buswang ke kgosi Ahashuerushe, hore ka selemo le selemo ba hopole letsatsi la leshome le metso e mene, le la leshome le metso e mehlano, la kgwedi ya Hlakubele; ba hopole matsatsi ao e le matsatsi ao Bajuda ba ileng ba phomola ho dira tsa bona ka wona. Ba hopole kgwedi eo e le kgwedi eo ka yona mahlomola a Bajuda a ileng a fetoha thabo, le dillo tsa bona di ileng tsa fetoha mokete wa thabo. Matsatsi ao ba a hopole e le matsatsi a mokete le a thabo. Ka matsatsi ao ba abelane dimpho, ba be ba di abele le mafutsana. Bajuda ba itlama ho nna ba etsa jwalokaha ba ne ba se ba qadile, le kamoo Moredekai a ba ngoletseng kateng. Hamane, mora wa Hamedata wa Moakake, e ne e le sera sa Bajuda bohle. O ne a rerile ho ba timetsa, a laotse ka Pure, e leng lotho, hore na o tla ba ripitla, a ba timetse neng. Empa eitse ha Esetere a fihla kapele ho kgosi, yaba kgosi e laela ka mangolo hore morero wa Hamane o kgopo, oo a o reretseng Bajuda, o boyane le yena, le hore yena le bara ba hae ba fanyehwe sefateng seo ho fanyehwang batho ho sona. Ka baka lena, matsatsi ao a bitswa hore ke a Purime, ho latela lebitso lena la Pure. Dipolelo tsa lengolo lena, le tseo ba di boneng, le tse ba hlahetseng, tsena tsa etsa hore Bajuda ba itlame, bona le bana ba bona, le bohle ba tla ipitsa Bajuda, hore ba tla hopola matsatsi ao a mabedi, ho latela kamoo ho ngotsweng kateng, le ho latela nako e beilweng ka selemo le selemo. Ba itlama hape hore matsatsi ana a Purime a tla hopolwa ke meloko yohle, le ke malapa wohle, dinaheng tsohle, le metseng yohle, le hore a ke ke a lebalwa ke Bajuda le ke ditloholo tsa bona. Jwale mofumahadi Esetere, moradi wa Abihaele, le Moredekai wa Mojuda, ka matla wohle ao ba a neilweng, ba ngola lengolo lena la bobedi la Purime, ba le tiisa. Moredekai a romela mangolo ana ho Bajuda bohle ba dinaheng tse lekgolo le mashome a mabedi a metso e supileng, tse buswang ke Ahashuerushe; a a felehetsa ka mantswe a kgotso le a nnete. Hona e ne e le ho tiisa matsatsi ana a Purime, ho ya kamoo Moredekai wa Mojuda le mofumahadi Esetere ba neng ba laetse kateng, le kamoo Bajuda ba neng ba itlamme kateng, ba ba ba tlama le ditloholo tsa bona tabeng ya ho itima dijo, le tabeng ya sello sa bona. Taelo ya Esetere ya tiisa ditaba tsena tsa Purime, mme ya ngolwa bukeng. Kgosi Ahashuerushe a ntshisa naha ya hae le dihlekehleke lekgetho. Diketso tsohle tse bontshang matla a hae, le bonatla ba hae, le ditlhaloso tsa boholo boo kgosi e ileng ya phahamisetsa Moredekai ho bona, di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Media le tsa Peresiya. Moredekai wa Mojuda e ne e le yena ya hlahlamang kgosi Ahashuerushe, mme hara Bajuda e le yena ya ka sehloohong, a ratwa ke setjhaba sa habo. O ne a sebeletsa boiketlo ba setjhaba sa habo, mme a se buella hore se phediswe ka kgotso. Ho ne ho ena le monna e mong naheng ya Use, lebitso la hae e le Jobo. Monna eo o ne a lokile, a hloka kodi; a tshaba Modimo, a kgesa bobe. Jobo o ne a ena le bara ba supileng, le baradi ba bararo. O ne a ruile dikgutshwane tse dikete tse supileng, le dikamele tse dikete tse tharo, le dipholo tse sekete, le ditonki tse tshehadi tse makgolo a mahlano. O ne a ena le bahlanka ba bangata, kahoo e le morui ya fetang barui bohle ba Botjhabela. Bara ba hae ba ne ba ye ba etse mekete malapeng a bona ka ho latelana, e mong le e mong ka letsatsi leo a ikgethetseng lona, mme ba meme dikgaitsedi tsa bona tse tharo ho tla ja, le ho nwa le bona. Ha mokete o mong le o mong o ne o fedile, Jobo o ne a ye a ba bitse, a ba hlwekise, a tsohe ka madungwadungwana, a etsetse e mong le e mong wa bona nyehelo ya setjheso, hobane ka pelong ya hae o ne a ye a re: “Mohlomong bara ba ka ba ile ba sitelwa Modimo, ba mo nyefola ka dipelong tsa bona.” Jobo o ne a ye a etse hona kamehla. Ka letsatsi le leng mangeloi a Modimo a tla ho Morena, mme Satane le yena a tla le wona. Yaba Morena o re ho Satane: “O tswa kae?” Satane a araba Morena, a re: “Ke tswa kwana lefatsheng, moo ke neng ke ntse ke ralotsa, ke hahlaula teng.” Jwale Morena a re ho Satane: “Na o kile wa bona Jobo, mohlanka wa ka? Ha ho ya kang yena lefatsheng! Ke monna ya lokileng, ya hlokang kodi, ya tshabang Modimo, ya kgesang bobe.” Satane a araba Morena, a re: “O re ke feela Jobo a tshabang Modimo? Ha ke re ke hobane wena o mo hahetse lerakonyana le mo sireletsang, mmoho le ba lelapa la hae, le tsohle tseo a nang le tsona? O atlehisitse mosebetsi wa matsoho a hae, mme naheng yohle ho tletse mehlape ya hae! Empa hona jwale, ha o ka mo ama ka letsoho la hao, wa mo hlakola tsohle tseo a di ruileng, o tla o rohaka sefahlamahlo!” Morena a re ho Satane: “Ho lokile; tsohle tseo a di ruileng di matsohong a hao; feela yena o se ke wa mo ama ka letsoho la hao.” Yaba Satane o tloha kapele ho Morena. Ka letsatsi le leng bara ba Jobo le baradi ba hae ba ne ba le ka tlung ya moholwane wa bona ba eja, ba enwa. Leqosa la fihla ho Jobo, la re: “Dipholo tsa hao di ne di ntse di lema, ditonki di ntse di fula pela tsona. Ke ha Basheba ba di wela hodimo, ba di hapa, ba bolaya bahlanka bohle ba hao ka sabole. Ke nna feela ya phonyohileng ho tla o tsebisa.” Yare leqosa leo le sa ntsane le bua, le leng la fihla, la re: “Letolo le ile la theoha lehodimong, la tjhesa dikgutshwane, le bahlanka ba hao, ha re lore! Ke nna feela ya phonyohileng ho tla o tsebisa.” Yare le leo le sa ntsane le bua, le leng la fihla, la re: “Bakalatiya ba ile ba fihla ka mabothwana a bona a mararo, a hlaselang, ba futuhela dikamele, ba di hapa; ba bolaya le bahlanka ba hao ka sabole. Ke nna feela ya phonyohileng ho tla o tsebisa.” Yare le leo le sa ntsane le bua, le leng la fihla hape, la re: “Bara ba hao le baradi ba hao ba ne ba le ka tlung ya moholwane wa bona, ba ntse ba eja, ba enwa. Hanghang ha fihla sefefo se matla, se etswa lehwatateng. Sa diha dihuku tse nne tsa ntlo, ya buramela hodima bona, mme ba eshwa. Ke nna feela ya phonyohileng ho tla o tsebisa.” Yaba Jobo o a ema, o hahola seaparo sa hae, o beola hlooho ya hae, o itahlela fatshe ho rapela, o re: “Ke tswetswe ke mme ke le feela, ke tla ya lebitleng ke ntse ke le feela. Morena o na fane, Morena o amohile, ho ke ho roriswe lebitso la hae.” Ho tsena tsohle tse etsahetseng, Jobo ha a a ka a etsa sebe, kapa a re Modimo o sebeditse ka mokgwa o sa mo tshwaneleng. Ka letsatsi le leng hape mangeloi a Modimo a tla kapele ho Morena, mme Satane le yena a tla le wona kapele ho Morena. Yaba Morena o re ho Satane: “O tswa kae?” Satane a araba Morena, a re: “Ke tswa kwana lefatsheng, moo ke neng ke ntse ke ralotsa, ke hahlaula teng.” Jwale Morena a re ho Satane: “Na o kile wa bona Jobo, mohlanka wa ka? Ha ho ya kang yena lefatsheng! Ke monna ya lokileng, ya hlokang kodi, ya tshabang Modimo, ya kgesang bobe. Le hoja o ile wa nkgothaletsa hore ke mo senyetse ntle ho lebaka, o ntse a tshepahala haholo.” Satane a araba Morena, a re: “Letlalo ke thebe ya pelo! Motho a ka tela tsohle tseo a nang le tsona, hore a ipholose. Empa hona jwale, ha o ka mo ama ka letsoho la hao, wa ama masapo a hae le nama ya hae, o tla o rohaka sefahlamahlo!” Morena a re ho Satane: “Ho lokile, o matsohong a hao, feela o baballe bophelo ba hae.” Yaba Satane o tloha kapele ho Modimo, o etsa hore Jobo a berehe diso ho tloha bohatong ba leoto ho ya fihla kahodima hlooho. Jobo a nka lengetana, a ya dula thotobolong, a ikgwabitla ka lona. Jwale mohatsa hae a re ho yena: “Na o sa ntsane o tiiseditse ho tshepahaleng hoo ha hao? Rohaka Modimo, o tswe o eshwa!” Empa Jobo a re ho yena: “O bua jwaloka mosadi ya sethoto! Na re ka amohela tse molemo feela tse tswang ho Modimo, yaba ha re amohele tse bohloko?” Ho tsena tsohle, Jobo ha a a ka a etsa sebe ka seo a se buileng. Ha metswalle e meraro ya Jobo, e leng Elefase ya tswang Temana, le Biledade ya tswang Shua, le Sofara ya tswang Naama, e utlwela tsena tsohle tse bohloko tse mo hlahetseng, ya mo etela; motho ka mong a etswa hahabo. Banna bana ba ne ba dumellane hore ba tle mmoho, ho tla lla le yena, le ho mo tshedisa. Ha ba mmona ba sa le thokwana, ba batla ba sa mo tsebe. Ba lla sa mmokotsane, ba hahola diaparo tsa bona, ba kgopholela lerole hodimo, ba le tshela hodima dihlooho tsa bona. Ka matsatsi a supileng le masiu a supileng, ba dula le yena thotobolong moo, ho se ya mmuisang, hobane ba ne ba bona hore o opelwa haholo. Kamora tsena, Jobo a tswa molomo, a rohaka letsatsi leo a neng a tswalwe ka lona. A bua, a re: “Tsatsi la tswalo ya ka le ke le timele, le bosiu boo ka bona ho neng ho thwe: Ho emotswe ngwana moshanyana! Tsatsi leo le ke le fetohe lefifi, Modimo ya hodimo a le lebale, sedi le se hlole le le tjhabela hape. Le metswe ke fifi la bo-nka-ntjana, leru le aparele tsatsi leo, fifi le fifatse sedi la lona. Bosiu boo bona bo fifalle ruri, bo se balellwe le matsatsi a selemo, bo se ballelwe le matsatsi a dikgwedi. Ka boo bosiu ho se tswalwe lesea, le mehoo ya thabo e se utlwahale. Barohaki ba matsatsi ba ke ba bo rohake, bona ba tsebang le ho tshwenya kganyapa. Naledi di se ke tsa phatsima, bo batle lesedi, bo se le fumane, bo se ke ba bona ha tsatsi le tjhaba, hobane ha bo a ka ba kwala mme popelo, ha bo a ka ba nthibela ho bona maswabi.” “Ke hobaneng ke sa shwelang popelong? Ke hobaneng ke sa shwang ha ke tswalwa? Ke hobaneng nkileng ka sikwa? Ke hobaneng ke antseng matswele? Jwale nkabe ke rapame, ke kgutsitse, ke ithobaletse, ke phomotse ka kgotso, ke phomotse le dikgosi le matona a kwano, bao mehaho ya bona e leng mabitla, le mahosana a kgabang ka kgauta, ao matlo a wona a tletseng silefera; ke epetswe jwaloka sefolotsana, jwaloka lesea le eso bone lesedi. Lebitleng ba kgopo ba a kgaotsa, ba kgaotsa ho ferekanya, ba kgathetseng, teng ba fumana phomolo. Ba thopilweng le bona ba phela ka kgotso ha ba sa utlwa mokataki a kgarumaka. Ba hlomphehang le ba eisehang ba a lekana, kgoba le holotswe kgobeng ba monga lona.” “Ba ditlokotsing ba bontshetswang lesedi? Ba tubehileng moyeng ba neelwang bophelo? Ba labalabela lefu, ha le ba fihlele, ba le batla le ho feta letlotlo, patuwe. Ba thaba ka thabo e fetisisang, ba nyakalle ha ba kena ka lebitleng. Ya fihlametsweng ke tsela o tswaletsweng, athe Modimo o mo raletse mathibela? Bakeng sa ho ja ke tlelwa ke mefehelo, medumaelo ya ka e phutsalle sa diphororo! Seo ke se tshabang se nkwetse hodimo, seo ke se tshohileng jwale se mphihletse. Ke hloka kgotso, ke hloka le boikgutso; ke hloka phomolo, tsietsi di nkapere!” Jwale Elefase ya tswang Temana a araba, a re: “Ebe o tla teneha ha motho a buisana le wena? Empa ke mang ya ka tshwarang leme la hae? Hopola kamoo o rutileng ba bangata kateng, wa matlafatsa matsoho a tepeletse! Polelo tsa hao di tsheheditse ba kgoptjwang, wa matlafatsa mangwele a rerekela. Jwale ha tsietsi e o tlela o a nyahama; ere e o fihlela ebe o a thethelwa! Ho tshaba Modimo ha hao hase hona letshepa la hao, ho hloka kodi ha hao yona ntshepedi ya hao? “Ako nahane: Mohlokakodi ke ofe ya kila lahleha? Ba lokileng bona ba kile ba timetswa hokae? Kamoo nna ke seng ke bone kateng, ba lemang bobe, ba be ba jale bokgopo, ba kotula hlanyelo e tshwana le tsona. Ha Modimo a halefa ba a timela, fefo sa kgalefo ya hae se ba fedise. Lekakuba le a puruma, tautona e kgarumake, meno a ditawana a fetohe, a fetohe dikotwana. Tautona e shwa ke ho hloka sebolawa, tawana tsa tauhadi di phasaphase kahohle.” “Ke ile ka nyenyeletswa ka lekunutu, ka longwa tsebe ka ba ka hwesheletswa. Menahanong ya ka, ya ditoro, bosiu, ha phume sa boroko batho se ba katela, tshabo le thothomelo tsa nkwela hodimo, masapo wohle a mmele a keqemana. Seriti sa falola kapela mahlo a ka, mmeleng wa ka mohwete wa iketsa diqala! Sa re themelele! Ke ntse ke tadimile, sa sona sobepeho ke sa se tsebe! Sa ema kapela mahlo a ka, ha didimala, ka utlwa lentswe le nyenyetsa, le re: Na ya shwang a ka loka mahlong a Modimo, a hlweka le mahlong a Mmopi wa hae? Ha Modimo a sa tshepe bahlanka ba hae, mangeloi a hae a a qosetsa bohelehele; a ka tshepa jwang ba meqhemeng ya makwete, ba bopilweng ka role la lefatshe, ba phetshelwang habonolo jwaloka tshwele? Le ba tjhabela ba phela, le dikele ba fedile, ba timelle ruri, ba sa natswe ke motho. Dimapo tsa tente tsa bona di a motsulwa, ba be ba shwe ba hloka bohlale! ” “Meketsa, Jobo! O a arabelwa ke mang? Hara mangeloi o tla ipiletsa ho mang? Sethoto se bolawa ke ho komakoma ha sona, sehlohwane sona se bolawa ke mona. Ke bone thoto se mela, methapo ya sona e nama; ha ntshi e panya, leaho la sona la newa thohako. Bana ba sona ha ba a sireletswa ke motho, ba robokellwa kgotla, ba hloka manamolela; kotulo ya sona e jewa ke ya lapileng a ituletse, a e honyolle leha e le kahara meutlwa, batupi bona ba nyoretswe leruo la sona. Lerole hase lona mohlodi wa ditlokotsi, tsietsi ha di ke di ropoha di hlaha fatshe; motho ditsietsi o tswalwa a di apere, seka tetema e qhomisetsa ditlhase hodimo.” “Hoja ke wena nka be ke ipiletsa ho Modimo, kapele ho Modimo ke ipeha ka taba ya ka; yena o etsa dikgolo, mafeta-kutliwisiso-ya-motho, o etsa dimakatso, ntlhokapalo ke boiyane. Lefatshe o le nesetsa pula, pula ya ditlwebelele, metsi a phutsalle, a tlale dithota kahohle; ba eisehang a ba hlwesetse hodima ditlhoro, ba bofifing bona a ba tshedise. O nyopisa merero, bo-ramasene ba e rerile, ba be ba hloke katleho; ka maraba a bona o tshwasa bo-ramasene, maqheka a bona a fetoha lefeela. Ba aparelwa ke lefifi tsatsi le ba tjhabetse, ere tadi e anyesa ba phothasele seka bosiu. Modimo o namolela mafutsana puong tse hlabang, a a lopolle matsohong a ba dikgoka; kahoo mafutsana a ruile letshepa, molomo wa bokgopo o a kwaleha, o didimale.” “Ho lehlohonolo eo Modimo a mo tshwayang phoso, kahoo se nyatse ha Ya Matla a o kgalema. Modimo o a hlatha, a be a tlame leqeba; tsoho la hae le a otla, le bile le a fodisa; o tla o phemisa diwa di o hlwele hodimo, ka makgetlokgetlo bobe bo ke ke ba o ama. Nakong ya sekoboto o tla o namolela lefung, nakong ya dintwa sabole a e thithibanye bohale. O tla sireletswa puong tsa monyefodi, timelo o ke ke wa e tshaba ha e fihlile; o tla tsheha timelo le sekoboto, batana tsa fatshe lena o ke ke be wa di tshaba. Majwe a ke ke a o sitisa ho lema masimo, batana tsa naha di tla phela ka kgotso le wena. O tla bona lapa la hao le phela ka kgotso, o fumane tsohle tsa hao di ntse di feletse. Bana ba hao o tla bona ba ngatafala, tloholo tsa hao di ata seka jwang naheng. O tla ya lebitleng lemo tsa hao di ngatafetse, jwaloka koro e yang seotlong e se butswitse. “Tsena di fupuditswe, ho fela ho dutse jwalo; di utlwe, o di tsebe, o di fole molemo.” Empa Jobo a araba, a re: “Ao! hoja ho komakoma ha ka ho ka lekanngwa, tsietsi tsa ka tsa bewa sekaleng, di ne di tla feta hlabathe la lewatle ka boima; ke ka hona ke ileng ka phatloha feela. Metsu ya Ya Matla wohle e ntlhabile, mahloko a yona a tjhatjhametsa le moya wa ka, matshabeho a Modimo a nteetse theko! Na tonki e ka lla kgulo le le lengata? kapa pholo ya bohla e ntse e fula? Dijo tse bosula di ka jewa ho se letswai? Na mothwebe o mosweu wona o a latsweha? Dijo tse jwalo ha ke di lakatse, di tshwana le tse nqhuqhumisang mala! “Hoja kopo ya ka e ne ka ananelwa, Modimo a nnea seo ke se labalabelang; Modimo a kgahlwa ke ho mphetshela, a nkisa letsoho, a ntimetsa. Ke ne ke tla thaba, ke tshedisehe, ke tsebe ho mamella ditlokotsi tsa ka, hoba polelo tsa Ya Halalelang ha ke a di hanyetsa. “Ke sa na le matla afe, a ho nnea letshepa? Ke tla fella kae, ha ke qenehetse ho phela? Na mmele wa ka o thata jwaloka lejwe? Kapa nama ya ka e entswe ka lethose? Matla o ho ithusa a mpheletse, sehlaha sa bohlale se setse feela.” “Ya nyahameng pelo eka kgona a hauhelwe, ke metswalle, leha eba a sa tshabe Ya Matla wohle. Bana beso ha ba tshepahale sa melatswana, ba ka melatswana e tlala, e ba e feta, e ba maduke ke qhoqhwaane ho qhibidiha, e patehe ke lehlwa ho kgetheha. Ha motjheso o fihla e a nyamela, ha tsatsi le ema a pshele ruri. Baeti ba kgeloha tsela, ba batla metsi, ba ye lehwatateng, ba be ba timele. Baeti ba tswang Tema ba batla metsi, bahwebi ba Sheba ba batla ka letshepa; ba tsielehile, leha ba ne ba tshepile, ba fihlile teng, jwale ba swabile. Ho nna, le lona le ka melatswana eo: Le a bona ke wele ka phatla, lona le a ntshabella! Na nkile ka re: Mpheng hona le hane? Kapa Ntefelleng ka maruo a lona?>*** Kapa: Nnamoleleng matsohong a dira tsa ka? Mpholoseng ho ba matla ho mpheta? “Nthuteng, ke tla mamela ke didimetse, le ntlhalosetse na phoso ya ka e kae. Mantswe a nnete a matla hakaakang! Polelo tsa lona ekaba di supa eng? Ebe le rerile ho nyatsa polelo tsa ka, le re tsa ya tsherehaneng di ya le moya feela? Le kgutsanyana kgudu! le ka e rekisa, la tjhekela motswalle wa lona lemena. “Jwale dumelang, le ntadime sefahlamahlo: Taba di mahlong, shano la ka le tla itshupa. Ke a le kopa: Imameleng, phoso e se be teng; imameleng hape, esere ho loka ha ka ha thunthetswa. Ebe phoso e tswile lelemeng la ka? Na nka sitwa ho kgetha tse molemo ho tse kgopo? “Bophelo ba motho mona lefatsheng ke ntwa, matsatsi a hae ekare a mohiruwa, a mohlanka ya labalabelang moriti, a mohiruwa ya lebeletseng moputso; nna lefa la ka ke kgwedi tsa ho sebeletsa lelea, ke abetswe masiu a mokgathala. Kamehla ha ke robala ke a ipotsa: Ekaba neng e tla ba neng ke tsohe? Empa siu bo bolelele, bo a tosa, ke hlobaela jwalo ho fihlela mafube a hlaha. Diboko le kgoho tsa mobu di nkgometse, tlalo la ka le dipekane, le petla boladu. Matsatsi a ka a potlaka sa nale ya selohi, a be a fele tshepo yona e nkwekwetla. “Modimo, hopola: Phelo ba ka bo ka moya feela, mahlo a ka ha a ka ke a bona tse molemo hape. Ya mponang jwale, ha a sa tla boela a mpona, etlare ha o mpatla ke be ke le siyo! Jwalokaha maru a fefoha, a nyamele, ya theohelang Nqalong ya Bafu a ke ke a nyoloha; ha a ke ke a kgutla, a kgutlela lapeng la hae, tulo tsa hae di sala di le feela, a ke ke a hlola a dula tulong tsa hae. Ka baka leo, nna nke ke ka kgutsa, ke tla bua pelo ya ka e tshwenyehile, ke ipelaetse pelo ya ka e ngongorehile. “Ebe nna ke lewatle kapa kganyapa, ha o mpeetse balebedi ho ntisa? Ha ke re: Phate tsa ka ke tsona tse tla ntshedisa, moalo wa ka o nthethefatse ho komakoma, wena Modimo, o ntshosa ka ditoro, ka dipono o mpakela ho thothomela; kahoo ke ikgethela lefu la ho kgangwa, ho ena le ho phela ke le masatswane. Bophelo bona ba ka bo ntenne, nke ke ka phela kamehla yohle; ako ntese, matsatsi a ka ke mouwane! “Motho e ne leng, ha o mo nketse hodimo hakaale, o bile o mo hlokometse hakaale? Kamehla hoseng o a mo hlahloba, kamehla motsotso ha o fete o sa mo leke. O tla kgaotsa neng ho ntjamela, o ko mphe tshweya, ke metse mathe? Haeba ke sitilwe, ke o sinyeditseng? Wena Molebedi wa batho? Ke ka dife o nkentseng pakane ya hao, hoo le nna ke seng ke bile ke itenne? Ke hobaneng ha o sa tshwarele tshito ya ka, wa tlosa bokgopo ba ka ba fela? Haufinyane ke tla robala lebitleng; o tla mpatla, empa ke tla ba siyo.” Jwale Biledade ya tswang Shua a araba, a re: “O tla bua ntho tsee ho fihlela neng? Polelo tsa hao di ka moya wa sefefo! Na Modimo a ka sokamisa kahlolo, Ya Matla wohle a sokamisa ho loka? Haeba bara ba hao ba mo sitetswe, o ba otlile ho ya ka ho sitwa ha bona. Haeba o ka fela wa batla Modimo, wa ithapella ho Ya Matla wohle; haeba o hlwekile, mme o lokile, ruri le yena o tla o hlokomela, lapa la hao a le tsose e le sesupo sa ho loka ha hao. Maruo a pele e ne le dinyane, a morao wona e tla ba boiyane.” “Ako fuputse ho meloko ya pele, o batlisise ditsebo tsa bo-ntata yona. Rona ba maobane re hloka tsebo; matsatsi a rona ho lena lefatshe a ka moriti ha o falola. Ba tla o jwetsa, ba o rupele, ba o kgokgothele bohlale ba bona. “Na lodi le ka mela ho se na mokgwabo, lehlaka la ata ho se na mohlaka? Ha le sa helwe le sa le letalana, le pona pele jwang bo omella. Tsela tsa bohle ba lebalang Modimo di jwalo, letshepa la ya kgopo le fela jwalo; tshepo ya hae e a thekesela, letshepa la hae le ka bolepo ba sekgo; o itshetleha ka bona, bo hana ho tsitsa, o itshwarella ka bona, ha bo tshwarehe. O ka fate se tlokomang ha tsatsi le tjhabile, seo makala a sona a thathallang le tshimo yohle. Metso ya sona e rarahana hara qubu ya majwe, e itshwarella hodima matlapa. Ha se fotholwa bakeng seo, baka seo se tla latola, se re: Nna ha ke o tsebe! Bophelo ba sona bo fela jwalo, mela tse ding di mela hape mobung oo. “Modimo a ke ke a lahla ya se nang molato, kapa a thusa ba etsang bokgopo; o tla boela a etsa hore o tshehe, molomo wa hao o howe ka thabo. Ba o hloileng ba tla apeswa dihlong, malapa a ba kgopo a nyamelle ruri.” Jobo a araba, a re: “Ruri ke a tseba, ho fela ho le jwalo; motho a ka loka jwang mahlong a Modimo? Haeba motho a ka phea kgang le Modimo, Modimo a ka mmotsa potso di le sekete, motho a pallwa ke ho araba leha e le nngwe. Modimo o bohlale, o bile o matla: Ke mang ya ka mo hanyetsang, yaba o a atleha? Hanghang o suthisa dithaba, ha a halefile a di phethole. O sisinya lefatshe madulong a lona, ditshiya tsa lona di be di reketle. O laela letsatsi, le se ke le tjhaba, a ba fifatse kganya ya dinaledi. Ke yena ya sarolotseng mahodimo, a a sarolla a le mong, a tsamaya le hodima maqhubu, maqhubu a Lewatle; a etsa Bere e Kgolo, le Makolobe, le Selemela, a etsa le molala ka borwa ho lehodimo. O etsa dikgolo tse fetang tlhalohanyo ya motho, o etsa dimakatso tse ke keng tsa balwa. “Ha a feta pela ka ha nke be ke mmone, ha a itsamaela le teng ha ke lemohe. Ha a inkela, a ka thibelwa ke mang? Ke mang ya ka reng ho yena: Jwale o etsa jwang?>*** Modimo ha a halefile eba o halefile, mahlahana a Rahaba a tjapaletse maotong a hae. “Jwale nna ekaba nka mo arabisa jwang? Mantswe a dikgang ke a kgethe jwang? Leha ke se na molato ke ne nke ke ka mo araba, haese feela ho kopa mohau ho Moahlodi wa ka. Leha nka mo isa kgotla, yaba o a tla, ha ke dumele a ka ntshekehela tsebe. A ka mpidila ka sefefo sa kganyapa, a nkekeletsa maqeba ho se lebaka. A ke ke a ntumella ka phefumoloha, a ka ntshithabetsa ka tse bohloko. Haeba ho uwa ka matla, Yena ke seqhobane! Haeba ho uwa ka toka, yena o tla qoswa ke mang? Leha eba ke se molato, ke tsuwa ke molomo wa ka, leha eba ke se na kodi, wona o tla nthwesa molato. “Le hoja ke se na kodi, ke se ke itenne; ke nyedisa bophelo ba ka, ke a bo nyatsa. Ke ditshwantshwang feela; ke ka hona ke reng: O timetsa ba lokileng le ba kgopo. Ha kotlo e bolaya ka ho tsometsa, O tla tsheha ha ba otlwa ba se molato. Lefatshe le matsohong a ba kgopo, o kwahela baahlodi ba lona ka lesira mahlong; haeba e se yena, ebe jwale ke mang? “Tshiu tsa ka di lebelo ho feta semathi, di baleha di eso bone molemo; di fefoha jwaloka sekepe sa lehlaka, jwaloka ntsu ha e ubella phofu ya yona. Ha nka re: Ke tla lebala pelaelo tsa ka, fahleho sa ka se tla ela, ke bobothehe. Tlokotsi tsa ka tsohle ke a di tshaba, ke a tseba o ke ke wa re ha ke molato. Kaha ke fumanwe ke le molato, ke hobaneng ha ke sebeletsa lelea? Leha eba nka itlhatswa ka lehlwa, ka sesepa matsoho a ka ka a hatlela, wena o tla nkakgela ka tebetebeng, aparo tsa ka le tsona di be di nnyonye! “Modimo hase motho jwaloka nna, ka hona nke ke ka ba ka mo araba, fahleho bobedi tsa thulana re le ka kgotla. Hoja pakeng tsa rona mmoelanyi o teng, a sebedisa matla a hae hodima rona; thupa Modimo e ke e shape fatshe, kgalefo ya hae e se ke ya ntshosa; ke bue ka bolokolohi ke se ne tshabo, athe hona jwale nna ke tletswe ke tshabo. “Bophelo bona ba ka bo ntenne, kahoo ke tla boledisa tsa ka dipelaelo, ke bue moya wa ka o tubehile. Ke tla re ho Modimo: Se ke be wa nkahlola; mpolelle tseo o nqosang ka tsona. O bona ho le molemo ho nna o nkataka, o nyedisa mmopo wa matsoho a hao, o thabela merero ya ba kgopo? Na o na le mahlo a nama? Na o bona jwalokaha batho ba bona? Na tshiu tsa hao di tshwana le tshiu tsa batho? Na ngwaha tsa hao di tshwana le ngwaha tsa batho? Ha e le moo o tswile bosele ho tsoma bokgopo ba ka, o batla, o batlisisa le sebe sa ka? Wena o a tseba ho nna bokgopo ha bo yo, mme ha ho ya ka ntopollang matsohong a hao. “ Kahohlehohle ke bopilwe ke matsoho a hao, empa jwale ke se ke timetswa ke wena! Ako hopole, o mpopile seka letsopa; na o tla nkgutlisetsa leroleng hape? Na ha o a nqhatsa jwalokaha ho qhatswa lebese, wa mphehla jwalokaha leokwana le fehlwa? Wa nkapesa ka letlalo le ka dinama, wa ntlamahanya ka masapo le ka mesifa? O nneile bophelo, wa ba wa nnea lerato, wa mpoloka, wa baballa le moya wa ka. “ Tsena e ne le kunutu la pelo ya hao, ke a tseba, tsena e ne le morero wa hao: Ha ke etsa sebe o ntadima ka le ntjhotjho, o ke ke wa ntokolla molatong wa ka. Haeba ke molato bomadimabe ke ba ka! Leha ke se molato nke ke ka tadima motho, ke hlajwa ke dihlong ke lweba ka hara tlokotsi. Ha hlooho ya ka e phahama o tla ntsoma jwaloka tau, o ntlhokofatsa ka ho nketsetsa dimakatso. O tlisa paki tse ntjha ho nnyopisetsa bopaki, le kgalefo ya hao e ntlokomela ho feta, mara a hao a mphutuhela ka mekgahlelo. “ Ke hobaneng o entseng hore ke tswalwe? Eka nkabe ke shwele ke eso bonwe ke motho! Eka nkabe ke sa ka ka ba ka tswalwa, kapa ka iswa lebitleng ha ke qeta ho tswalwa! Tshiu tsa ka di kgutshwanyane, di a feta; ako ntlohele, ke re kgefu! ho se hokae, ke eso ikele kwana bo-ya-batho, fatsheng le lefifi, le meriti e metsho; fatsheng le lefifi la bo-nka-ntjana, moo e leng lapeng habo morusu, moo sedi la teng e leng lefifi! ” Jwale Sofara wa Monaama a araba, a re: “Puo tse ngatangata tsee ha di lokele ho arajwa? Ebe motho wa lehehle yena o nepa kamehla? O re batho ba kgutsiswe ke ho berabera ha hao? Ere o soma, o se kgalemelwe ke motho? O re ho Modimo: Thuto ya ka e hloka kodi, le mahlong a hao ke hlwekile! Eka Modimo a ka be a dumela ho bua, a ahlamisa molomo, a ka a bua le wena; a o senolela phiri tsa bohlale ba hae, hore bohlale ba sebele bo mehlahlwe-mengata. Tseba Modimo o a o leballa, o o leballa tse ding tsa tshito tsa hao! “Na o ka tseba phiri sa Modimo ka ho fuputsa? Kapa wa fihlela bohlale ba Ya Matla wohle? O ka etsang? Bo phahametse le mahodimo! O ka tsebang? Bo tebile ho feta lebitla! Bolelele ba bona bo feta le ba lefatshe, bophara ba bona bo feta le ba lewatle! “Ha a ka o tshwara, a o isa tjhankaneng, a o qosa ka kgotla, a ka hanyetswa ke mang? Bolotsana ba batho o bo tseba hantle; ha a bona bokgopo, na a ka kgutsa feela? Empa sethoto se ke ke be sa hlalefa, jwalokaha petsana tonki, e ke ke ya ba ya tswalwa e le motho. “Empa ha o boela o mo nea pelo ya hao, o otlollela matsoho a hao ho yena; haeba o lahla sebe seo o se kwetlileng, o sa dumelle bobe ho phela tlung ya hao; ruri o tla tseba ho tadima motho o se na dihlong, o tsitse hantle, o hloke tshabo. Tsietsi tsa hao o tla di lebala tsohle, o di hopole jwaloka metsi ha a sa fetile. Bophelo ba hao bo tla hlaka ho feta motsheare, fifi la bona le tshwane le tsatsi le tjhaba. O tla ba sebete, hobane tshepo e teng; o qamake kahohle, o robale o iketlile. O tla ithoballa ho se ya ka o tshosang, ba bangata ba qekise setswalle sa hao. Empa mahlo a ba kgopo a tla eba, ba hloke le wona monyetla wa ho pholoha, tshepo ya bona e be ya ho neela moya.” Jwale Jobo a araba, a re: “Ha ho pelaelo, batho ke lona feela! Bohlale bo tla ya le lona lebitleng. Le nna ke na le kelello jwaloka lona, etswe le hona ha le mphete ka letho; ke mang ya sa tsebeng dintho tsee tsohle? Kajeno ke fetohile sesomo ho metswalle, ke fetohile sesomo ke lokile, ke se na kodi, nna ya neng a ipiletsa ho Modimo, a nkarabe. Ba iketlileng ba nyedisa bomadimabe, ba re ke pheletso ya ba kgatheng la ho thella. Malapeng a batupi teng ho rena kgotso, ba phephetsang Modimo ba phela ka boiketlo, bao matla a bona e leng wona modimo wa bona. “Ako botse diphoofolo, tsona di tla o ruta, nonyana tsa lehodimo le tsona di o kaele; o bue le lefatshe le tle le o rupele, le tlhapi tsa lewatle di ke di o qoqele. Ke efe ho tsona tsohle e hlokang tsebo ya hore Morena o entse tsohle ka letsoho la hae? Bophelo ba sebopuwa ka seng bo matsohong a hae le meya ya batho bohle e phela ka yena. Ha ke re tsebe e mamela ho kgetha mantswe, jwalokaha leleme le kgetha dijo ka ho di latswa? Bohlale ba sebele bo hahetse ho bo-raputswe, ho phela halelele ho fana ka kutlwisiso. “Empa bohlale le matla tsona ke tsa Modimo, ke yena monga kelello le kutlwisiso; moo a heleditseng ho ke ke ha tsoswa marako, eo a mo kentseng tjhankaneng a ke ke a lopollwa. Ha a thibela pula, metsi a pshela ruri, ha a nesa ya ditlwebelele, fatshe lohle le a senyeha. Matla le bohlale ba sebele ke tsa hae; mothetsi le mothetsuwa ba matleng a hae. Baeletsi o ba tlosa ba se na le nketlana, baahlodi bona a ba fetole ditsheretshere! O lokolla mahlaahlela a dikgosi a bohatelli, mathekeng a tsona a kgaole maqhama a puso; baprista o ba tlosa ba se na le nketlana, dinatla tsona a di theole tulong tsa tsona; baeletsi ba mmakgonthe a ba fetole dimumu, maqheku wona a a amohe meelelo. O soma mahosana, a a teole, a kokobetse boikalatiso ba mahosana; a senole le diphiri tsa mafifing, meriti e metsho a e tjhabisetse lesedi. O hodisa ditjhaba a be a di timetse, a di anafatse, a be a di hasanye; babusi ba ditjhaba a ba amohe meelelo, a ba lelerise mahwatateng ho se na tsela, ba phopholetse lefifing ho se lesedi, a ba thekesedise sa mahlena a bo habotse. “Tsena tsohle ke di bone ka mahlo a ka, ka tsebe tsa ka ka di utlwa, ka di utlwisisa. Ke tseba tsena jwalokaha le lona le di tseba, etswe le hona ha le mphete ka letho! Ke lakatsa ho bua le Ya Matla wohle, ho ipiletsa ho Modimo ke ho tjhesehela haholo. Lona le baqapi ba mashano a se na ditswako, kaofela ha lona le bo-ngakana-kea-hetla. Eka le ka kgutsa ho bua, la kgutsetsa ruri! Hoo e ne tla be e le bohlale, e le bohlale ho lona! Jwale mamelang ha ke ikarabella, le utlwe ha ke ipuella ka molomo wa ka. Na le buella Modimo ka ho bua bokgopo? Na le ka mmuella ka ho bua mashano? Ebe le leka ho sekamela ka ho Modimo, kapa le iketsa babuelli ba hae nyeweng? Ha a le hoqisa ka dipotso ho tla ba jwang? Le tla mo soma jwalokaha le soma motho? Ruri o tla fela a le kgaleme, ha le sebetsa leeme ka lekunutu. Na tlotla ya hae ha e tlo le kenya letswalo, kgalefo ya hae e tsubellele hodima lona? Maele a lona a tshwana le molora hantle, boitshireletso ba lona bo tshwana le ba letsopa. “Kgutsang, le nna ke tsebe ho bua, se ntlhahelang se mpe se ntlhahlele. Ke kena kotsing ke ntse ke tadimile, bophelo ba ka ke bapala diketo ka bona! Haeba a mpolaya ke tla nne ke mo tshepe, ke tla buella metsamao ya ka thaka di tadimane. Hona e tla ba yona pholoho ya ka: Moetsadibe a ke ke a ema kapele ho yena. Mamelang mantswe ana a ka, le a mamele ka hloko, polelo tsena tsa ka le di sekehele tsebe. Bonang jwale, nyewe ya ka ke e radile, ke a tseba ke tla fumanwa ke se molato. Ke mang ya ka tsekisanang le nna? Ha a le teng ke tla kgutsa, ke itjhwelle. “Oho, Modimo, ako ntumelle ka ntho di le pedi, mme nke ke be ka ipatela wena: Ako tlosetse tsoho la hao hole le nna, kgalefo ya hao e se ke ya ntshosa; nkise kgotla ke tle ke o arabe, o ntumelle ke bue, le wena o nkarabe. Ke entse makgopo le dibe di le kae? Ako ntsebise tshito tsa ka le sebe sa ka. Ke hobaneng ha o mpatela fahleho sa hao, o ntadima ke se ke le sera sa hao? O tla lelekisana le lehlaku, lehlaku le feferetseha le moya, o lelekisane le mmoko o omeletse? O nqosa ka tse bohloko, o nkotlela makgopo a botjha ba ka. Maoto a ka a tlamilwe ka mahlaahlela, tselana tsa ka tsohle o a di lekola, bohato ba maoto a ka o a bo thaleha. “Kahoo motho o motela sa ntho e bodile, o naphoha sa kobo e jelwe ke tshwele. “Motho ya tswetsweng ke mosadi o phela hakgutshwanyane, bophelo ba hae bo aparetswe ke ditsietsi; o fupuha jwaloka palesa a be a pone, o baleha jwaloka seriti, ebe o nyametse. Jwale o tjamela ya jwalo ka eo? O ntlisa kapele ho wena ho nkahlola? Na ya ditshila a ka tswala ya hlwekileng? Le kgale! Ho ke ke be ha etsahala jwalo! Tshiu tsa motho di badilwe, palo ya kgwedi tsa hae e tsejwa ke wena, o mo sehetse moedi, a ke ke be a o tlola. Tlohela ho mo tjamela, a fumane phomolo, nako ya hae e be fete jwaloka ya mohiruwa. “Esita le sefate se na le tshepo: Ha se ka rengwa se tla hlomela hape, makala a sona a ke ke a ba a fela. Leha motso wa sona o ka tsofalla mobung, kutu ya sona ya bolla leroleng, ha se utlwa monko wa metsi se tla hloma, se mele makala jwaloka tlama se setjha. Empa motho yena o a shwa, a fellwe ke matla, a neele moya, ebe jwale o kae? “Jwalokaha metsi a letsha a nyamela, a fela, noka e feta, e be e pshe, le motho o a robala, a roballe ruri! Ho fihlela ha mahodimo a fela, batho ba ke ke be ba tseba le ho phaphama, kapa ho tsoswa phumeng sa bona sa boroko. “Eka o ka be o mpata Nqalong ya Bafu, o nketsa bofihla, kgalefo ya hao e be e fete! Eka o ka be o mpalla nako, eo ka yona o tlang ho nkgopola! Hoja motho o a shwe, a boele a phele, ke ne nka mamella tlokotsi tsa ka ka nako tsohle, ka emela topoloho ya ka ya ba ya fihla. O no tla mpitsa, nna ke arabele, o hlolohelwe mmopo wa matsoho a hao. Empa jwale mehato ya ka o a e bala, sebe sa ka ha o kgaotse ho se natsa; tshita tsa ka o di bitiella ka mokotleng, sebe sa ka sona o a se kwahela. “Jwalokaha thaba e ye e helehe, e nyamele, le lefika le suthiswe tulong tsa lona; jwalokaha metsi a kutlula majwe, phororo le tsona di baka kgoholedi mobung, le wena tshepo ya motho o e fedisa jwalo! O mo hlolela ruri, ebe o iketse; o fetola fahleho sa hae, ebe o a mo leleka. Ha bara ba hae ba tlotlwa, yena ha a tsebe le letho, le teng ha ba kokobetswa, yena ha a bone le letho; o utlwa bohloko ba mmele wa hae feela, le ho ngongoreha ha moya wa hae.” Yaba Elefase ya tswang Temana o a araba, o re: “Na mohlalefi a ka bebera manenekwane, a pipitlelwa ke moya wa ho phorohla? A phea kgang ka ho bua mafeelafeelane, kapa ka puo tsa sa thuseng letho? Ho tshaba Modimo o ho phephethetse hole le wena, ho rapela Modimo hona o a ho fedisa. Puo tsa hao di susumetswa ke bokgopo ba hao, boqhweleqhwele bo ntlheng ya leleme la hao. Ha o tsuwe ke nna, o tsuwa ke dipuo tsa hao, molomo wa hao ke wona pakimotshwaedi. “Ebe ke wena motswalwapele wa motho? kapa o bopilwe pele ho maralla? Na merero ya phiri tsa Modimo o a e tseba? Na bohlale bona ebe ke ba hao o le inotshi? O tseba dife tseo re se nang tsebo ya tsona? O utlwisisa dife tseo re se nang kutlwisiso ya tsona? Bo-raputswe le maqheku ba ka hlakoreng la rona, bannabaholo ba boneng letsatsi pele ho ntatao. “Na matshediso a Modimo o a a halala, le mantswe a buuwang ka bonolo tsebeng tsa hao? O dumellang ho rwalwa ke pelo ya hao? Mahlo a hao wona a tukelang malakabe, hoo o hlatsetsang kgalefo ya hao ho Modimo, o buang puo tse tjee, ka molomo wa hao? “Motho ke ntho nngwe, hoo a ka bang le tlhweko? Ya tswetsweng ke mosadi yena a ka loka jwang? Haesita Modimo a sa tshepe mangeloi a hae, mahlong a hae le mahodimo a sa hlweka, a ka tshepa motho jwang, a le manyala, a tletse podile, a momorotsa bokgopo sa metsi a mophoko?” “Thea tsebe, o mamele, ke o manollele, ke o bolelle tseo ke di boneng ka mahlo a ka; tse boletsweng ke banna ba bahlalefi, ba di bolela ba sa pate letho, ba bolela tseo ba di utlwileng, ho baholoholo ba bona; bona bao naha e neng e abelwe bona feela, ho se molata o jakileng hara bona. “Ya kgopo o kgwebethwa ke letswalo, le mo kgwebetha ka tshiu tsohle tsa hae, mohatelli le yena le a mo kgwebetha, le mo kgwebethe ka lemo tsohle tsa bophelo ba hae. Tsebe tsa hae di tlala medumo e tshosang, haeka tsohle di ya hantle batupi ba mo hlasele. O lahlehetswe ke tshepo ya ho tswa kahara lefifi, kaekae sabole le yona e mo laletse. O lelera le naha, a batla dijo, a ntse a botsa hore na di kae; o a tseba, tsatsi la timelo ya hae le atametse; matshwenyeho le mahloko a mo kenya letswalo, a mo pupetsa sa kgosi e kgatheng la ho futuha, hoba o kokoseditse Modimo letsoho, o iketsa senatla ho Ya Matla wohle. O mo kgorohela a sataladitse molala, thebe e shahlileng a e utlile ka mallela. “Le hoja a le fahleho se matlebele, theka la hae le le maphethephethe, o tla phela metseng e le dithako, matlung a seng a setse a le feela, a kgatheng la ho fetoha masupi. Ha a ka ke a hlola a ba a rua, matlotlo a hae wohle a tla timela, fatshe le ke ke la anelwa ke maruo a hae. A ke ke be a phonyoha lefifing, lakabe le tla tjhesa mahlaku a hae, kgalefo ya Modimo e mo timetse! A se ithetse ka ho tshepa mafeela, hobane mafeela e tla ba wona moputso wa hae. Pele a eshwa hoo ho tla etsahala, makala a hae a ke ke be a tlokoma. O tla tshwana le morara, o hlohlorang tholwana di sa le tala, jwaloka mohlwaare o hlohlorang, o hlohlorang thunthung tsa wona. “Ba kgopo ba ke ke ba ba le ditloholo, mollo o tla tjhesa matlo a ba phelang ka tjotjo. Ba emola tlokotsi, ba tswale bokgopo, thetso ke yona ngwana popelo ya bona.” Yaba Jobo o a araba, o re: “Tse kang tsena ke di utlwile hangata; lona bohle le batshedisi ba tenang motho! Na o sa tla kgaotsa ho shwahla mafeela? Sesosa sa nganga ya hao ke sefe? Hoja boemo ba ka e ne le ba lona, ke ne nka nna ka bua jwaloka lona, ka puo tse ngata ka le tlameletsa, ka ba ka thukuthela hlooho ya ka ho lona. Empa polelo tsa ka di ne di tla le kgothatsa, ho bebenya melomo ha ka ho le bebolele tlokotsi. “Leha nka bua, bohloko ba ka ha bo kokobele; leha ke kgutsitse, bona ha bo ntlohele. Oho, Modimo, o fela o ntshotlile, lapa la ka lohle le timeditswe ke wena; o ile wa ntlhasinya, mme o sera sa ka; bokojwane ba ka ke paki e nqosang ke e shebile. Ya ntlhoileng, ka kgalefo o a ntlepolaka, o ntsikitlanyetsa meno a hae; sera sa ka se ntjheba ka mahlo a ntjhotjho! Batho ha ba kopetse melomo ha ba ntshoma, ba ntjabela lerameng ba bile ba nnyefola, ba entse setha-se-wele hodima ka. Modimo o nneeletse ka balotsana, o ntahletse matsohong a batho ba kgopo. Ke ne ke iketlile, ke mona o ntshuhlamantse, a mphamola ka molalana, yaba o a mpidila, a ntlhoma ho ba sekgopi sa metsu ya hae. Metsu ya hae e nketseditse lethala, o harola dikahare tsa ka a se na mohau, nyooko ya ka yona o e qhalanyetsa fatshe. O ntlhaba a sa tswa ntlhaba, o nkgorohela jwaloka seqhobane. “Mmeleng wa ka ke apere tse mahwashe, ka phatla ya ka leroleng ka sunyama; mahlo a ka a fubetse ke menyepetsi, botsho bo entse sedika-mahlwana ntshing tsa ka; leha matsoho a ka a sa fuparela bokgopo, le thapelo ya ka ho Modimo e hlwekile.” “Oho, wena lefatshe, madi a ka o se ke wa a monya, boipiletso ba ka bo se ke ba kgaotsa! Le jwale paki ya ka e lehodimong, mmuelli wa ka le yena o hodimodimo. Ha e le metswalle ya ka e a ntshoma, keledi tsa ka di keleketlela ho Modimo. Ke mang ya ka mpuellang ho Modimo jwalokaha ho buellwa motho ho motswalle? “Ho tla feta lemo di le mmalwana, ebe nna ke nka tsela e yang bo-ya-batho.” “Moya wa ka o tetebetse, matsatsi a ka a kgutsufetse, bitla le lona le nkemetse. Basomi ba mpotapotile, mahlo a ka a tadimile bora ba bona. “Nkgolwe, Modimo, ke bua nnete, ha ho na e mong ya ka mpakelang; kelello tsa bona o di thithibantse, kahoo o se ka ba ba thusa, ba hlola. Ya ekang motswalle ho fumana moputso, bana ba hae ba tla lebella mahlo a ba kgathale. “Ho bohle ke se ke fetohile sesomo, fahleho sa ka ba se tshwela ka mathe; mahlo a ka a fifaditswe ke maswabi, ditho tsa ka tsohle e se e ka seriti. Hona batho ba lokileng ba ho makaletse, ba se nang molato ba nyatsa ba kgopo; ya lokileng o tla tiisetsa tseleng ya hae, ya matsoho a hlwekileng a nne a matlafale.” “Lona bohle boelang le leke hape! Feela hara lona ha ke bone mohlalefi. Matsatsi a ka a fetile, merero ya ka e nyopile; takatso tsa pelo ya ka le tsona di nyopile. Bosiu ba bo fetola motsheare, ha ho le lefifi ba re: Sedi le haufi! Haeba hae la ka ke Nqalo ya Bafu, eba phate tsa ka ke di ala lefifing; haeba ke re ho lebitla: Ke wena ntate, ho seboko ke re: O mme, o kgaitsedi, ebe jwale tshepo ya ka e tla ba kae? ebe ke mang ya tla e bona? E tla theohela le nna lebitleng, e theohele le nna leroleng.” Yaba Biledade ya tswang Shua o a araba, o re: “Ho shwahla ha hao ho tla kgaotsa neng? Imamele pele, re ntano buisana! O re tadimelang jwaloka diphoofolo? Mahlong a hao re le mahelehele? Kgalefo ya hao e o entse maharola! O re fatshe le furallwe ka baka la hao? Mafika a suthiswe tulong tsa wona? “Bone la ya kgopo ke lona le tla tingwa; tlhase ya mollo wa hae e ke ke be ya hotela. Ka lapeng la hae sedi le tla fifala, bone la hae lona le time. Mehato ya hae e hwantang e tla therekela, a kudupanngwe fatshe ke masene a hae. Maoto a hae a mo akgela ka letloweng, o ntsa itsamaela hodima leraba; sefi se tla kgata serethe sa hae, letlowa le mo tshwase, le mo harele; mobung ba mo patetse sekgoqetsane, tseleng ya hae ba mo tjhehetse sefi. Matshabeho a lefu a mo tshosa kahohle, hohle moo a yang teng a mo salame. Tlala e fedisa matla a hae, a fokole, hang ha a hloleha koduwa e mo wela hodimo. Bolwetse bo mo natholotsa letlalo, ditho tsa hae di jewa ke lefu le tshabehang. Boiketlong ba lapa la hae o a thakgolwa, o kgothelwa pele ho ya ho kgosi ya matshabeho; lapeng la hae ho tla nonotswa ka sebabole, basele ba tle ba phele ka ho lona. Metso ya hae e omellela mobung, kahodimo mahaba a hae wona a be a pone. Hohle lefatsheng o a lebalwa, diterateng ha ho sa buuwa ka lebitso la hae, o lelekwa leseding, a iswe lefifing, hohle lefatsheng ebe o a falatswa. Tjhabeng sa habo ha a na ngwana, leha e le setloholo, lapeng la hae ha ho a sala le thokolwana. Meloko e mo hlahlamang e tla tshoswa ke pheletso ya hae, e boneng ka mahlo yona e tshwarwe ke thothomelo. Ona ke mokgwa wa ho fela ha lapa la ya kgopo, le jwalo lehae la ya sa natseng Modimo.” Jobo a boela a araba, a re: “Ebe le tla nlhokofatsa halelele hakae, le ntshithabetse ka dipolelo ho fihlela neng? Ke ka makgetlokgetlo le nnyahanya, le sa hlajwe ke dihlong ho nnyefola; haeba ke nnete, ke entse phoso, phoso eo ke ya ka, ha e le ame ka letho. Haeba le iphahamisetsa kahodimo ho nna, le nqosa ka baka la tlokotsi ena ya ka; jwale tsebang: Modimo ke yena ya nkentseng hampe, o ntanteletse ka letlowa la hae. Ha ke howa, ke re: Bosoro! ha ke arabelwe! Ke howa haholo, empa toka ha e eo! “O tinkeditse tsela, ke sitwa ho feta; tselana tsa ka di aparetswe ke lefifi. O nkamohile boitlhompho ba ka, o nthodisitse le mofapahlooho, o ntlepola kahohle, mme ke a ikela, tshepo ka ya o e fothotse seka sefate. Ke tlokomelwa ke kgalefo ya hae, yena o ntadima ke le sera sa hae; ke futuhetswe ke mabotho a hae, a hlomme diahelo ho potapota lapa la ka. “Modimo o entse hore bana beso ba nkwekwetle, metswalle le yona e mphuralle ho qeta. Bahaeso le bona ba se ba ntahlile, balekane ba ka ba se ba ntebetse. Ho baeti le makgabunyane a lapa la ka, ke tadingwa ke le moeti, ke le molata. Ha ke bitsa mohlanka wa ka ha a arabele, esita leha ke ipiletsa ho yena. Mohatsa ka o nkgelwa ke moya wa ka, bana beso le bona ba a nnyonya; diratha le tsona di a nnyedisa, ha ke hlaha eba di a ntlaka. Ba ntshanang se inong le nna ba a nnyonya, ke furaletswe le ke baratuwa ba ka. Ke moote, ke manne, o ka mpala dikgopo, ke phonyohile feela ka la mohaswa lesoba. “Nkgauheleng! Nkgauheleng! lona metswalle ya ka! ke otlilwe ke Modimo ka tsoho la hae! Le ntlhorisetsang jwalokaha Modimo a ntlhorisa? Ha le kgotsofale ha ke hlepholeha dinama? “Polelo tsena tsa ka eka di ka be di ngolwa, eka di ka be di ngolwa, di etswa buka, di ngolwa ka pene ya tshepe tlapeng la loto, di ngolwa lefikeng, di hlole kamehla yohle! “Ke a tseba: Mopholosi wa ka o a phela, qetellong o tla ema a mpakele. Leha tlalo la ka le tla be se le bodile, ka mahlo Modimo ke tla mmona ke se mmeleng ona; ke yena eo ke tla fela ke mmone ka seqo, ke mmone ka mahlo a ka ke sa romeletsa. Ka pelo ya ka yohle ke labalabela hoo! “Haeba le ka re: Re sa tla mo hlorisa, hobane sesosa sa taba se ka pelong ya hae! Lona, ka bolona, le hle le tshabe sabole, hoba sebe sa kgalefo, kotlo ya sona ke sabole, le tle le tsebe hore efela kahlolo e teng.” Yaba Sofara ya tswang Naama o a araba, o re: “Ka baka la lehala le ka pelong ya ka, menahano ya ka e re ke o arabe. Ke utlwa kgalemelo e ntshwenyang maikutlo, moya wa ka o nthuta hore ke e arabe. “Ha ke re o a tseba, ho tloha boholoholo, ho tloha ha lefatsheng mona ho bewa motho: Modidietsane wa ba kgopo o sekgwahla, mokoka ha o yo, thabo ya baetsadibe ke ya motsotswana feela? Leha boikgantsho ba hae bo ka fihla mahodimong, hlooho ya hae ya ithwesa tlokola ya maru, o tla timella ruri jwaloka thete la hae, ba mmoneng ba re: Ekaba o nyametse kae?>*** O tla fela sa toro, a se hlole a fumanwa; jwaloka pono ya bosiu a nyamele. Leihlo le mo itseng hedi! le ke se mmone hape; le tulo tsa hae di ke ke tsa hlola di sa mmona. Bara ba hae ba qekisa ho ratwa ke mafutsana, ba buseletsa mafutsana qhoqha ya ntata bona. Bokwakwariri ba botjha bo tletse masapo a hae, ha a kgutlela leroleng bo tla lala le yena teng. “Le hoja bokgopo bo mo natefela lehano, a bile a bo pata tlasa leleme la hae; a sa ikutlwe ho ka kgaohana le bona, a bo moma, a bo boloka ka hanong la hae; dijo tseo di a hlasa ha di fihla ka mohodung, di iphetole mahloko a bo-marabe. Menono o a e metsa, o bile o a e hlatsa, Modimo o a mo hlatsisa, o kgofa mohodu wa hae. O tla mokonyetsa bohloko ba bo-marabe, dikwetsepe tsa qowane tsona di mmolaye. Dinoka a ke ke a hlola a sa di bona, le phororo tse phallang tsa dinotshi le tsa lebese. Tsa matsoho a hae o di busetsa a so di latswe, tse tswalwang ke kgwebo le tsona ha di mo thabise. O tubile mafutsana, a a siya a itlhophere, a ikgapela matlo e se a matsoho a hae. “Ha a na ho fuwa tsweya ke takatso tsa hae, a ke ke a ipholosa le ka maruo a hae. Meharo ya hae ha e a siya le pala, boiketlo ba hae ke ba nakwana; o tla tsieleha a ntsa hafa ka nkatana, mafutsana a wele ka sekgahla, a wele hodima hae. Etlare hoja a kgotshe sa mpana-phatloha, kgalefo ya Modimo e mo tlokomele malakabe, thala la metsu le mo lethehele hodimo. Leha a ka ba a phonyoha lerumo la tshepe, seqha sa lethose sona se tla mo fula, motsu wa sona o yo phunyeletsa mokokotlo, ntlha ya wona e phatsimang e qhale nyooko, matshabeho a lefu a mo aparele kahohle. Fifi la bo-nka-ntjana le mo laletse, o tla timetswa ke mollo o se na sebutswelo, ba setseng lapeng la hae ba tamukane. Mahodimo a tla talola bokgopo ba hae, lefatshe le eme ka maoto ho mo qosa. Ntlo ya hae e tla hoholwa ke sekgohola, ke phororo tsa kgalefo ya Modimo ha e tlokoma. Ona ke wona moputso wa ya kgopo, lefa leo a le abetsweng ke Modimo.” Empa Jobo a araba Sofara, a re: “Ako mamele puo ya ka, o e mamele ka hloko, ho mmamela hoo e be ho nketsetsa matshediso; bea pelo, le nna ke bolele tsa ka, ha ke qetile ebe jwale o a ntshoma. “Na ebe ke ipelaetsa ho motho? ho hloka mamello ebe ha ke ho lokele? Ntadimeng, le tswe le makala, le thibe melomo ka matsoho a lona. Tsena ha ke di hopola ke a nyaroha, mmele wa ka wohle o a thothomela. “Ke hobaneng ha ba kgopo ba phela, ba tsofala, ba bile ba matlafala? Ba bona bana ba bona ba hola, ba bile ba atleha, le tloholo tsa bona ba be ba di bone. Malapa a bona a na le kgotso, a hloka tshabo, kotlo ya Modimo ha e eso ba wele hodimo. Poho ya ya kgopo e a katika, ha e ke e lala, thole tsa hae di a tswala, ha di ke di folotsa. Bashanyana ba bona ha ba etswa e ka re mohlape, bana ba bona ba a tlola, ba a thalaka. Ba bina melodi ka moropa le ka harepa, ba thabela ho utlwa modumo wa lekodilo. Bophelo ba bona ba bo qeta ba atlehile, hanghang ba theohele Nqalong ya Bafu. Feela ba re ho Modimo: Re hlokomolohe! Ha re lakatse ho tseba ditsela tsa hao! Ya Matla wohle re ka mo sebeletsa ha e le mang? Ho mo rapela ebe ho ka re putsa ka eng?>*** Feela katleho ya bona ha e laolwe ke bona; nna ke thoko le dikeletso, keletso tsa ba kgopo. “Le tingwa hakae lebone la ba kgopo? Koduwa yona e ba wela hodimo hakae, ha Modimo a aba dikotlo a halefile? Ke hakae ba kang dirite ha moya o pepetla, ba kang mmoko ha sefefo se o fefera? Modimo o isa kotlo tsa motho baneng ba hae; eka a ka be a otla yena mo-di-etsi, a mo otle le yena a tla ikutlwele. Kotlo eo e mo tlele a e shebile, kgalefo ya Ya Matla wohle a e habole; hoba palo ya kgwedi tsa hae ha e fedile, boiketlo ba lapa la hae ha a sa bo natsa. Ke mang ya ka rutang Modimo bohlale, athe Modimo o ahlola le ba lehodimo? “E mong motho o shwa e le sekwankwetla, a kgotsofetse, a bile a iketlile; mmele wa hae o shahlile, o fepehile, moko o tiile ka masapong a hae; e mong o shwa a hlorile moyeng, le boiketlo a sa ka ba bo tseba; ba robala ba bapile roleng la lebitla, bobedi ba bona ba nyeunye diboko. “Ke tseba ya lona mehopolo, le mano ao le ntherelang wona ke a a tseba. Le ntse le re: Lapa la sekwele jwale le kae? Malapa a ba kgopo wona a kae?>*** Ha le eso botse bo-mafeta-ka-tsela? Polelo tsa bona ha le di natse, ha ba re: Ha koduwa e etla ya kgopo o a pholoswa, tsatsi la kgalefo le lona o a le phemiswa?>*** Ya ka mo nyatsang sefahlamahlo ke mang? Ketso tsa hae tsona a ka di ahlolelwa ke mang? Empa o a nkwa, a iswe lebitleng, bitla la hae le lebelwe ka thata. Qubu ya mobu e hodima hae ha e mo imele, batho bohle ba koloka kamora hae, kapele ho yena boiyane bo mo eteletse pele. “Mafeela a lona a ka ntshedisa jwang? Karabo tsa lona di tletse thetso!” Yaba Elefase ya tswang Temana o a araba, o re: “Na motho a ka etsetsa Modimo tse molemo, jwalokaha mohlalefi a iketsetsa tse molemo? Na ke thabo ho Ya Matla wohle haeba o lokile? Kapa o a mo entsha ha tsela tsa hao di hloka kodi? “Na o tla o kgalemella ho mo tshaba ha hao, ka baka la hona a o etsetse qoso? Bokgopo ba hao bo boholo haholo, dibe tsa hao di hloka moedi! O nkile peeletso ho ngwaneno a se na molato, ba hlobotseng bona wa ba hlokisa le nketlana. Ba nyorilweng ha o a ka ba nyorolla ka metsi, ba lapileng ha o a ka ba ngwathela letho, le hoja o no le matla, fatshe o le ruile, batho ba o tlotla, o phela ho lona. Bahlolohadi ba tlohile ho wena ba itlhophere, ha e le kgutsana tsona wa di robokela. Ke kahoo maraba a o potapotileng kahohle, tshabo e tsometsang e o hlokisang boiketlo, fifi le o aparetseng, o sitwang ho bona, phororo tsa metsi di phuthumanang hodima hao. “Modimo ya mahodimong a hodimodimo, o tadimela dinaledi tlase, o di tadimela tlase le hoja di le hodimo! Empa wena o re: Modimo o tseba eng? A ka ahlola jwang hara fifi le lekaalokaalo? O hara lesira la maru, a ke ke a tseba ho bona, ha a ntsa ralotsa hopong la lehodimo. “Na o tla hanella tseleng ya kgale, tseleng e kutlilweng ke ba kgopo? Ba tlositswe nako ya bona e eso fihle, metheo ya bona ya hoholwa ke dikgohola; bona ba itseng ho Modimo: Re hlokomolohe! Ya Matla wohle a ka re etsang?>*** Empa ke ka yena matlo a bona a tletseng menono, kahoo nna ke hole le keletso tsa ba kgopo. “Ba lokileng ha ba bona ba a nyakalla, ba se nang molato ba a soma, ba re: Dira tsa rona di timeleditswe ruri, tlotlo la tsona la tjheswa ke malakabe. “Boelana le Modimo, o tlo be le kgotso, ka ho etsa jwalo o tla tlelwa ke tse molemo. Amohela thuto e tswang molomong wa hae, polelo tsa hae o di boloke ka pelong ya hao. Ha o ka kgutlela ho Ya Matla wohle, yena o tla o hlohonolofatsa, ha o fedisa bokgopo kahara leaho la hao. Ha o lahla kgauta ya hao, o e lahlela hara lerole, le kgauta e tswang Ofire, o e lahlela dikgohlong hara mafika, Ya Matla wohle e tla ba yena kgauta ya hao, e be silefera ya hao e hlwekisitsweng. Ya Matla wohle o tla mo thabela, fahleho sa hao se tadime ho Modimo. O tla rapela Modimo, ebe o a o utlwa, kano tsa hao o tsebe ho di phetha. Merero yohle ya hao e tla atleha, sedi le kgantshetse tsela tsa hao; hoba Modimo o kokobetsa baikakasi, baikokobetsi bona a ba pholose. Le ya molato Modimo o a mo pholosa: O tla pholoswa ka ho hlweka ha matsoho a hao.” Yaba Jobo o a araba, o re: “Le kajeno sello sa ka se sa le bohloko; le hoja ke bile ke fehelwa hakaalo, tsoho la Modimo le ntse le nkimetse. Hoja ke a tseba hore na nka mo fumana kae, ke ne ke tla ema kapela setulo sa hae, nyewe ya ka ke e rale kapela hae, ka ho tlala ke lokodise mabaka a ka. Ke ne ke tla utlwa ha a nkaraba, ke utlwisise polelo tsa hae ho nna. Na Modimo a ka ntshobokella ka bonatla ba hae? Le ho ka! a ka sekeha tsebe, a mmamela! Ya lokileng a ka arabisana le yena moo; ho Moahlodi wa ka ke lokollelwe ruri. “Ha ke eya botjhabela ha ke mo fumane, ha ke eya bophirima le teng ha ke mo fumane, ha a le leboya ha ke mmone, ha a sebetsa borwa le teng ha ke mmone. Empa Modimo o tseba metsamao ya ka; ha a nteka ke tla tswa ke hlwekile seka kgauta. Mehato ya ka e hodima mehato ya hae, ke tsamaile tseleng ya hae, ha ke a e kgeloha. Taelo tse tswang molomong wa hae ha ke a di kgeloha, ka pelong ya ka ke bolokile polelo tsa hae. “Ha a rerile o rerile, a ka hanyetswa ke mang? O iketsetsa tsohle ka ho rata ha hae; seo a se rerileng o se phetha ka nna, merero e kang ona e mengata ho yena, ka baka leo ke tshaba ho ema kapele ho yena, ha ke mo hopola tswalo le a nkgekgetha. Modimo o mphokodisitse, ke hloka sebete, Ya Matla wohle o nkgekgethisa letswalo; empa lefifi le ke ke la nkgutsisa, fifi la bo-nka-ntjana le mphoufaditseng. “Na Ya Matla wohle tsatsi la kahlolo ha a le tsebe? Ba mo sebeletsang nako ya lona ba a e tseba? “Ba kgopo ba suthisa mekolokotwane ya meedi, ba utswe mehlape, ba be ba e katle. Tonki ya kgutsana ba e kgothela pele, pholo ya mohlolohadi ba e nkele peeletso. Ba thesela bafumanehi hore ba suthe tseleng, mafutsana wohle a phela ka ho ipata. “Jwaloka tonki e hlaha, lehwatateng, mafutsana a tsohella mosebetsing, ho ya sela, lefeella ke lona le fepang bana ba wona. A kotula dijo masimong a ba kgopo. A kgwahlapise morara rapeng tsa ba kgopo. A robala a le feela ke ho hloka kaparo, rame se fella hodima wona ke ho hlobola. Mafutsana a kolobiswa ke medupe ya thaba, a be a maname mafikeng ke ho hloka lephephe. “Kgutsana e hlothwa letsweleng, tsweleng la mma yona, mofutsana o lefa molato ka lesea la hae. Ba tsamaisa mafutsana a se na le nketlana, a thotha dihlopha tsa koro a ntsa lapile, a tulela tholwana tsa mohlwaare matlapeng, a etsa ole, a tlhotla veine morareng a ntse a nyorilwe. Medumaelo ya ba shwang e utlwahala hara motse, ba tswileng dikotsi ba llela hore ba thuswe, empa thapelo tsa bona Modimo ha a di natse. “Ho na le ba bang ba hloileng lesedi, ba sa tsebeng tsela tsa lona le ho tsamaya ka tsona. Mmolai o tsoha ha mafube a hlaha, a bolaye mofumanehi, a bolaye le mofutsana; athe bosiu teng o fetoha leshodu hantle. Sehlola se a lebella, se lebella hore shwalane e tshware, se re: Ha nka ke ka bonwa ke ope, ebe jwale se ikwahela sefahleho. Bosiu mashodu a thuakanya matlo, motsheare teng ebe a a ipata; lesedi lona ha a kopane le lona. Ho wona wohle fifi le tshwana le motsheare, matshabeho a lefifi ho mashodu ke metswalle. “Ba jwalo ba ka mahohodi a lwebang hodima metsi, masimo a bona a neilwe thohako, ha ho ya yang rapeng tsa bona tsa morara. Jwalokaha komello le motjheso di qhibidisa lehlwa, lebitla le lona baetsadibe le a ba metsa. Popelo e tla ba lebala, diboko di ba nyabele; ba ke ke ba hlola ba sa hopolwa, bokgopo bo tla fela sa fate se robehile. Mosadi wa nyopa ba a mo sotla, mohlolohadi yena ba mo hlokele mohau. Ka matla a hae Modimo o lelefatsa bophelo, o lelefatsa bophelo ba bo-ramonatla, ba ka tsitsa, tshepa la ho phela lona ha le yo. O a ba sireletsa, ba be ba rue letshepa, athe metsamao ya bona yona o e disitse. Ba tuma ka nakwana, ba be ba nyamele, ba theolwe dikalaneng, ba timetswe jwaloka bohle, ba shwe sa diako tsa koro ha di kgaolwa. “Haeba ho se jwalo, nka shanofatswa ke mang? Ke mang ya ka reng polelo tsa ka ke tsa bosawana?” Jwale Biledade ya tswang Shua a araba, a re: “Puso le tshabo di tswa ho Modimo, ke mothei wa kgotso mahodimong a hae a hodimo. Na mabotho a hae a ka balwa? Ke ofe ya sa tjhabelweng ke sedi la hae? Motho a ka lokafatswa jwang mahlong a Modimo? Ya tswetsweng ke mosadi a ka hlweka jwang? Haesita mahlong a hae kgwedi e se na kganya, naledi le tsona di se na bohlweki, motho a ka loka jwang, yena e le popane, ya tswetsweng ke motho, yena e le seboko!” Yaba Jobo o a araba, o re: “Wa tla wa thusa motho a fokola! Wa tla pholosa letsoho le fokola! O eleditse sethoto hantle hakaakang! O bontshitse tsebo e kgolo hakaakang! O rutilwe ke mang ho bua polelo tsee? Polelo tseo o di buang ke tsa mang? “Ba ka mabitleng ba a thothomela, le tsohle tse tlasa metsi, tse phelang ho wona. Nqalo ya Bafu e feela kapela Modimo, mohohlo wa timelo o ahlame, ha o a kwahelwa. Modimo o sarolotse leboya hodima sepakapaka, a leketlisa lefatshe hodima bofeelafeelane. O phuthetse metsi kahara maru a hae; ha ho leru le phatlolwang ke boima ba metsi! Kgwedi ha e tolokile o a e fifatsa, ka maru a hae a e etsetse lesira. O radile sedikadikwe, a se rala hodima lewatle, a etsa moedi ho arohanya lesedi le lefifi. Tshiya tsa lehodimo le tsona di a reketla, di reketla ke ho tshoha kgalemelo ya hae. Ka matla a hae lewatle a le tsosa maqhubu, ka bohlale ba hae a tamukanya Rahaba. Ka moya wa hae a ntlafatsa mahodimo, ka tsoho la hae a hlaba noha e lelesela. Tsena ke dinyane feela tsa matla a hae, tse bolelwang ka yena ke lehweshehweshe; boholo ba matla a hae bo ka utlwisiswa ke mang?” Jobo a tswela pele ka puo ya hae, a re: “Ka Modimo ya phelang, ya nkamohileng toka, ka Ya Matla wohle, mohlokofatsi wa moya wa ka; ha feela nna ke sa ntsane ke phela, ke ntse ke phefumoloha moya wa Modimo, molomo wa ka o ke ke be wa bua bokgopo, leme la ka le ke ke be la bolela bohata. Ha nka ke ka dumela hore le nepile, ke tla be ke yo shwa ke ntse ke itatola. “Ho loka ha ka ke boshwa-bo-tshwerwe, ha ke ntse ke phela tswalo le ke ke la nkgwebetha. “Dira tsa ka di ke di tshwane le ba kgopo, bantwantshi ba ke ba be jwaloka balotsana. Letshepa la moetsadibe ke lefe, mohla Modimo a mo amohang bophelo? Na Modimo a ka mamela, a mamela sello sa hae, ha tlokotsi e se mo wetse hodimo? Na yena o tla thabela Ya Matla wohle, a ipiletse ho Modimo ka nako tsohle? “Ke tla le ruta seo matla Modimo a leng sona; merero ya Ya Matla wohle nke ke be ka e pata. Tsena tsohle le lona ka mahlo le di bone; ke ka baka lang ha le ntse le bua mafeelafeelane? “Seo Modimo a se abetseng ya kgopo, lefa leo Ya Matla wohle a le abetseng ya sehloho, ke lena: Leha a ka atelwa ke bana, ba tla shwa ka sabole, tloholo tsa hae di ke ke tsa anelwa ke dijo; masalla a hae a tla shwa ke lefu la sewa, bahlolohadi ba hae ba ke ke ba mo llela. Leha a ka bokella silefera e kaa ka lehlabathe, bongata ba aparo tsa hae ba ba kaa ka letsopa, tsa etsa pokella, ya lokileng o tla di apara; ba se nang molato silefera ba e arolelane. O hahile ntlo e fokola sa bolepo ba sekgo, e tshwana le lephephe la motshosi masimong. O robala a ruile e le kgetlo la ho qetela; ere ha a phaphama a tsohe a itlhophere. Tsietsi di mo wela hodimo jwaloka sekgohola, fefo se mo fefola bosiu ha ho robetswe. Moya wa botjhabela o a mo nka, o ikele ka yena, o mo pheulele hole le lapa la hae; o puputlele ho yena o se na mohau. e be lekgerakgara ha a leka ho o baleha. Ba mo opela diatla, ba be ba mo je tlepane, ba mo letsetse molodi ha a tloha lapeng ha hae.” “Silefera e na le morafo wa yona, kgauta e na le setshekelo sa yona; tshepe yona e tjhekwa e etswa katlasa lefatshe, lethose le fumanwa ka ho qhibidisa moralla. Motho o kenella hare mpeng ya lefatshe, a yo fihla kgotjheletsaneng tse hole, a etse merafo hara lefifi le letsholetsho. O tjheka tjhafo hole le leaho la batho, bakeng tseo leoto le eso hate ho tsona; a leketle marapong a le hole le batho, a tsokotsehe, a ye kwana le kwana. Dijo di mela kahodima lefatshe, katlase le fuduuwa jwalokaha ho fuduuwa mollo. Majwe a lona a bopeletswe le disafire, a bile a na le mereto ya kgauta. Tsela ya teng ha e tsejwe le ke letlaka, esita le phakwe ha e eso ka e e bona. Batana tsa naha ha di eso tsamaye ho yona, esita le tau ha e eso fete le moo. “Lejwe la moremaphofu motho o a le thuaka, thaba a di fure metheong ya tsona. Hara mafika a phunyake mesele, mahlo a hae a bone tsa bohlokwa di le mefuta. Metsi a rothelang ka merafong o a a thibela, tse patehileng a di bee mmananeng, di bonwe ke bohle.” “Ebe jwale bohlale re ka bo fumane kae? Lehae la kutlwisiso lona le fumanwa kae? Bohlale ha bo fumanwe fatsheng la ba phelang, ha ho ya utlwisisang bohlokwa ba bona. Bodiba bo re: Ka ho nna bohlale ha bo yo! Lewatle le re: Le ho nna bohlale ha bo yo! Ka kgauta e hlwekisitsweng bo ke ke ba rekwa, kapa theko ya bona ya methwa ka boima ba silefera. Ka kgauta ya Ofire bo ke ke ba rekwa, kapa ka kareneleane le safire ya bohlokwa. Kgauta kapa mahakwe a ke ke a lekana le bona, kapa ba ananngwa ka mekgabiso ya kgauta. Dikgetla le mahakwe tsona ha di sa bolelwa; theko ya bohlale e feta le mabenyane a bohlokwa. Jwe la bohlokwa la Kushe le ke ke la lekana le bona, ka kgauta e hlwekisitsweng bo ke ke ba rekwa.” “Ebe jwale bohlale bo tswa hokae? Lehae la kutlwisiso lona le hokae? Bo patetswe dibopuwa tsohle, bo patetswe le tsona nonyana tse fofang. Timelo le lefu le tsona di re: Re utlwa bo-fuufu ha ba bo bolela. “Ke Modimo feela ya tsebang tsela ya bona, ke yena feela ya tsebang habo bohlale, hoba o bona pheletso tsa lefatshe, o bona tsohle tse tlasa mahodimo. Ha Modimo a nea moya matla a wona, le mawatle a a sehela moedi; ha a ne a beela pula taelo, lehadima le lona a le betlela tsela, o ila bona bohlale, a bo hlahloba, a bo leka, a bo ananela. “Yaba o re ho motho: Ho tshaba Morena ke bona bohlale; ho furalla bokgopo ke yona kutlwisiso. ” Jobo a ntshetsa puo ya hae pele, a re: “Eka nkabe ke phela sa kgwedi tse fetileng, sa matsatsi a ha Modimo a ne a ntisitse; ha bone la hae le ne le mponesetsa tsela, ka sedi la hae ke tsamaya le lefifing! Eka nkabe ke le matsatsing a botjha ba ka, ha tswalle sa Modimo se sa sireletsa lapa la ka, ha Ya Matla wohle a ne a sa na le nna, bana ba ka ba mpotapotile; ha lebese le ne le phalla tseleng ya ka, mafika a kopotsa phororo tsa ole. “Ha ke ne ke eya kgorong ya motse, ke bea tulo sa ka lebaleng la motse, batjha ha ba mpona ba ne ba sutha, maqheku a phahame, a eme ka maoto; mahosana le wona a kgaotse ho bua, ka matsoho a wona a ithibe melomo; babusi le bona ba kgaotse ho bua, maleme a bona a maname mahalapeng. “Ya neng a nkutlwa o na mpua hantle, ya neng a mpona yena a mpakela; ke ne ke lopolla mafutsana a llelang thuso, ke lopolla le yona kgutsana e se nang mothusi. Ya kgatheng la ho shwa o na ntlhohonolofatsa, mohlolohadi yena ke thabisa pelo ya hae. Ho loka e ne le seaparo sa ka, kahlolo ya ka e le kobo le moqhaka wa ka. Ke ne ke le mahlo a ba foufetseng, ke bile ke le maoto a ba holofetseng. Ke ne ke le ntata bafumanehi, ke le mmuelli wa bao ke sa ba tsebeng. Ke ne ke roba mekwetsepe ya ba kgopo, ke pholose ba seng ba le menong a bona. “Ka ithetsa, ka re: Ke tla shwela lapeng ha ka; matsatsi a ka a ngatafale sa lehlabathe, metso ya ka e name ho ya fihla metsing, phoka e lale makaleng a ka, e lale bosiu bohle, tlotla ya ka e nne e ntjhafale, seqha sa ka se ntjhafale tsohong la ka. “Ha ke bua batho ba ne ba mmamela, ba lebelle keletso ya ka ba kgutsitse. Ha ke buile e ne e ba le se le dumme, polelo tsa ka di kena hamonate tsebeng tsa bona. Ba ne ba ntebella sa ha ho lebellwa pula, polelo tsa ka di thopothela sa pula ya selemo. Ha ke tsheha le bona ba ne ba tlala letshepa; ha fahleho sa ka se ela, ebe ba tsoha molota. Ke ne ke le morena, ke ba supisa tsela, ke phela jwaloka kgosi hara mabotho a yona, jwaloka ya tshedisang ba apereng bofifi.” “Ba banyenyane ho nna jwale ba a ntshoma, bao bo-ntata bona ke neng ke ba nyedisa, ke neng nke ke ka ba disisa mohlape le ntja tsa ka. Matla a bona a na sa nthuse ka letho, kaha bokwakwariri bo ne bo ba feletse. Ke mekojwane ya bofuma le sekoboto, ba phela ka ho ja metsuntsunyane, bosiu ba lelera mahalaopeng. Ba kga bodiladilane hara dihlahla, metso ya tshinabele ke dijo tsa bona. Ba lelekwa hara batho ba bang, ba kueletswe jwalokaha eka ke mashodu. Ba phela ka mangopeng a dikgohola, ka madumeleng le kahara mafika; ba bokolla ba le kahara dihlahla, ba sunyame mmoho katlasa bobatsi. Ke bana ba mawatla, bo-mohloka-lebitso, ba lelekilwe lefatsheng, hara batho. “Jwale ke bona ba ntlakang ka pina, ke se ke fetohile sesomo ho bona. Ba se ba nnyonya ba bile ba nkwekwetla, fahleho sa ka ba se tshwela ka mathe. Kahoba Modimo a mphokodisitse, a ntshotlile, ha ba sa itshwara leha ba le pela ka. Ka ho le letona ba mphutuhela ka sekgakgatha, ha ke baleha ba mpea merebele, ba haha metero ho nketsetsa thibella. Ba tjhekile mamena tseleng ya ka, ba atlehiswa ke tshenyeho ya ka, ba re: Ha a na mothusi! Ba kena jwalokaha eka rako le wele, ba subuhlellana hara masupi! Matshabeho wohle a nkwetse hodimo, a ntlositse seriti ka ho panya ha ntshi, maruo a ka a fedile sa mouwane. “Moya wa ka o qhashoha kahare ho nna, matsatsi a ho hlokofatswa a mphihletse; ke lala ke tjhobelwa ke masapo bosiu, bohloko bo nkokonang ha bo mphe sebaka. Matla a bohloko ba ka a senya aparo tsa ka, a nkgama jwaloka molala wa hempe ya ka. Modimo o nkakgetse kahara seretse, ke se ke tshwana le lerole le wona molora. “Ke ipiletsa ho wena, Modimo, empa ha o nkarabe; ke ema kapela hao, empa o ntadima feela! O mphuthuhela o se na mohau, tsoho la hao le matla le a ntwantsha. O mphahamisetsa hodimo, moyeng, ka sefefo o nkakgoletse kwana le kwana. Ke a tseba hoba o tla nkisa lefung, tlung e kgethetsweng bohle, bohle ba phelang. “Ha ke re ya shwang o otlolla letsoho la hae, ha a llela thuso tlokotsing ya hae? Na ha ke a ka ka llela ba ditsietsing? Moya wa ka ha o a utlwela ba maswabing bohloko? Ha ke ne ke lebeletse molemo, ka tlelwa ke bobe; ha ke ne ke lebeletse lesedi, ka tlelwa ke lefifi. Mala a ka a a qhuqhuma, a hloka phomolo, matsatsi a ditlokotsi a tobane le nna. Ke tsamaya ke nyahame pelo, ho se na lesedi; ke ema hara mokgopi ho ikopela thuso. Ke se ke fetohile ngwanabo phokojwe, ke molekane wa madinyane a mpshe. Tlalo la ka le letsho ke ho kgakgapheha, masapo a ka a a tjhesa ke ho opelwa. Harepa ya ka e letsa kodi-ya-malla, melodi ya kodilo la ka e fetohile dillo.” “Ke entse tumellano le mahlo a ka, hore ha a ka ke a tjhatjhehela kgarebe. “Kabelo e tswang ho Modimo ke efe? Lefa le tswang ho Ya Matla wohle ke lefe? Na hase timelo ho baetsadibe, le koduwa ho ba etsang bokgopo? Modimo tsela tsa ka o a di bona, le mehato ya ka yohle o a e bala. “Haeba ke sebeditse ka bolotsana, eba oto la ka le mpotlakiseditse ho ya thetsa; a nke ke bewe sekaleng sa toka, Modimo a tle a tsebe ha ke na molato. Haeba mehato ya ka e kgelohile tseleng, eba pelo ya ka e hohetswe ke mahlo a ka, eba manothoko a nkgomaretse matsohong; seo ke se jetseng se ke se jewe ke e mong, dijalo tsa ka, ka metso, di ke di motsulwe. “Haeba pelo ya ka e hohetswe ke mosadi, eba nkile ka lalla monyakong wa mohaeso, mosadi wa ka a silele monna e mong, ba bang ba kopanele dikobo le yena. Hona e ka ba ketso e hlabisang dihlong, ya eba sebe se lokelwang ke ho ahlolwa. Ke mollo o tjhesang ho isa timelong, o tla fedisa maruo a ka kaofela. “Haeba mohlanka wa ka le lekgabunyane la ka, ke ba hloketse toka ha ba tsekisana le nna, ke tla etsang ha Modimo a sa ntobile? Ke tla reng ha ke araba potso tsa hae? Ha ke re Mmopi wa ka ke Mmopi wa bona? Ha ke re ke yena ya re bopileng maleng a bo-mma rona? “Haeba nkile ka hanyetsa kopo ya mofutsana, eba mohlolohadi o lebeletse, mahlo a ba kgathala; eba ke itjeletse thathana ke le inotshi, kgutsana ka e jela tjelamahlong, ho tloha botjheng ba ka ke e hodisitse ke le ntata, ka baballa mohlolohadi ho tloha mohla ke tswalwang, haeba nkile ka bona motho a eshwa ke ho hloka diaparo, kapa mofumanehi a se na le nketlana; haeba ho se ya kileng a ntlohohonolofatsa, leha a ile a futhumatswa ke boya ba nku tsa ka; haeba nkile ka otla kgutsana ka tsoho la ka, hobane ke tseba hore ka kgotla nke ke ka tsuwa, phaka sa ka a se motsuhe lehetleng, tsoho la ka le robehe setsweng, lenonyeletsong. Ho tshaba Modimo ho ne ho nthibela, tlotla ya hae e ntshabisa ho etsa tsena. “Haeba nna ke itshepetse kgauta feela, eba kgauta e hlwekisitsweng ke tshepa la ka; haeba ke nyakaladitswe ke ho rua haholo, hobane ka matsoho a ka ke sebeditse haholo; haeba nkile ka boha tsatsi ha le phatsima, kapa kgwedi e tsamaya ka leredi la yona, kunutung la pelo ya ka ka lekeha, ka aka tsoho la ka ho di obamela, tsena le tsona ke dibe tsa ho ahlolwa ke baahlodi, hoba Modimo ya kahodimo ke tla be ke mo latotse. “Na nkile ka thabela bomadimabe, madimabe ba sera sa ka, kapa ka thoholetsa ha se welwa ke ditsietsi? Ka molomo wa ka ha ke eso bue bokgopo, ka ho lakaletsa bophelo ba sona thohako. Na ba lapa la ka ba kile ba re: Ke mang ya sa kang a ja, a kgotsofala?>*** Ha ho na moeti ya kila lala thoteng, menyako ya lapa la ka e buletswe batsamai. “Haeba nkile ka pata sebe sa ka jwaloka Adama, ka ho boloka makgopo a ka ka fubeng sa ka, ka baka la ho tshaba matshwele a batho, le ho tshaba ho nyediswa ke bang ka nna, ke ne ke tla kgutsa, ebe ke tswela kantle. “Ekaba ke mang ya tla mmamela! Bonang, mongolo wa ka ke ona! Ya Matla wohle a ke a nkarabe, moqosi wa ka a ngolle nna moqosuwa qoso! Ruri ke ne ke tla e jara hetleng la ka, ke e rwale sa mofapahlooho o rwalwa. Ke ne ke tla mmalla mehato ya ka kanngwe, ke atamele ho yena ke tsamaya seka kgosana. “Haeba masimo a ka a a nqosa, eba foro tsa wona di tletse dikgapha; haeba tholwana tsa wona ke di jele lehahla, kapa monga tsona ka mmolaya, bakeng sa koro ho ke ho mele meutlwa, bakeng sa harese ho ke ho mele lehola!” Polelo tsa Jobo di fella mona. Banna ba bararo bana ba kgaotsa ho araba Jobo, hobane o ne a itadima a lokile. Jwale kgalefo ya Elehu, mora wa Barakele, ya tswang Buse, wa lelapa la Rama, ya tlokoma. Kgalefo ya hae ya tlokomela Jobo, hobane Jobo o ne a re ke yena ya lokileng, Modimo ke yena ya phoso. Kgalefo eo ya hae ya ba ya tlokomela le metswalle ya hae e meraro, hobane leha e ne e nyatsa Jobo, e ne e hloleha ho mo araba. Elehu o ne a ile a emela banna bao hore ba bue le Jobo pele ho yena, hobane ba ne ba le baholo ho yena. Ha a bona hore banna bao ba bararo ba feletswe ke puo, kgalefo ya hae ya nna ya tlokoma. Yaba Elehu, mora wa Barakele, ya tswang Buse, o a bua, o re: “Ke sa le mmotlana, lona le tsofetse, ka hona ke ile ka itshwara, ka tshaba ho le bolella seo ke se tsebang. Ke ile ka nahana: Eka kgona baholo ba bue, ba lemo di ngata ba rute bohlale. Empa ke moya o ka ho motho, e leng moya wa Ya Matla wohle, wona o neang motho kutlwisiso. Hase ba baholo feela ba nang le bohlale, kapa maqheku feela a utlwisisang ho lokileng. Ka baka leo, ke re le ke le mmamele, le nna ke bolele seo ke se tsebang. “Ke ile ka le emela hore le ke le bue, puo tsa lona ka di theela tsebe ha le ntse le kgetha mantswe. Ke fetse ka le mamela: Ha ho le ya mong ya shanofaditseng dipuo tsa Jobo, kapa ya arabileng polelo tsa hae. Hlokomelang, le se ke la re: Rona bohlale re bo fumane; Modimo ke yena ya tla mo hlola, a ke ke a hlolwa ke motho. Polelo tsa Jobo di ne di sa lebiswa ho nna, nke ke ka mo araba jwaloka lona. “Banna bana ba nyahame dipelo, ba se ba feletswe ke dikarabo, mantswe le wona a a ba haella. Ebe nka lebella, hobane ba sa arabe, hobane ba themeletse, ba se ba hloka puo? Le nna ke tla hlahisa ya ka karabo, ke be ke bolele seo ke se tsebang. Ke pipitlelane ke mantswe, moya wa ka o ntshusumetsa hore ke bue; fuba sa ka se ka veine e bitieletswe, se kgatheng la ho phatloha sa makuka a matjha. Ke tla bua, ho pipitlelwa ho fele; ke tla tswa molomo, le nna ke arabe. Ha nka ke ka tadima tshobotsi ya motho, ha nka ke ka kakamatsa mang le mang. Ha ke ne ke tseba ho kakamatsa, Mmopi wa ka o na ntlosa ka ho panya ha ntshi!” “Ka baka lena, ke a o rapela, Jobo: Ako mamele polelo ya ka, mantswe a ka wohle o a sekehele tsebe. Mamela! Jwale ke lekgatheng la ho bua, mantswe a sa le lelemeng la ka. Mantswe a ka ke a pelo e se nang mano, molomo wa ka o bua nnete eo ke e tsebang. Nna ke entswe ke moya wa Modimo, mophefumoloho wa Ya Matla wohle o etsa hore ke phele. “Haeba o ka kgona, ako nkarabe; rala mabaka a hao, ebe o nthula ka wona. Kapela Modimo ke tshwana le wena, ke bopilwe ka letsopa jwaloka wena. Lebaka la hore o ntshabe ha le yo, ho ba teng ha ka ho ke ke ha o imela.” “Ruri o buile moo ke ntseng ke utlwa, modumo wa mantswe a hao ka o mamela: Nna ke hlwekile, ha ke na sebe, ke hlatswehile, ha ke na bokgopo, empa jwale Modimo o mpea dibato, o ntadima ke le sera sa hae. Maoto a ka o a tlamile ka mahlaahlela, tselana tsa ka tsohle o a di lekola. “Tabeng ena o fositse; ke o araba ka ho re: Modimo o moholo ho feta motho. Ke ka baka lang ha o phea kgang le yena, o re polelo tsa hao ha a di arabe? Modimo o bua ka mekgwa e le mengata, empa ha ho ya keng a hlokomele. Torong le ponong tsa bosiu, ha phume sa boroko batho se ba katetse, phateng tsa bona ba kgalehile, Modimo o nyenyeletsa tsebeng tsa batho, a ba tshose ka keletso tsa hae, hore tsela tse kgopo ba di kgelohe, boikakaso bo be hole le bona. Modimo o phemisa motho ho theohela lebitleng, a mo phemise ho bolawa ka sabole. O kgalemela motho ka ho mo robatsa phateng tsa lefu, a opise masapo a hae wohle ho se kgaotso; jwale takatso ya dijo ebe e a fela, a nyonye le dimonate tseo a di ratang. O ye a fetohe moketa, a motele dinama, e sale e le masatswane, palwadikgopo. Moya wa hae o atamela lebitla, phelo ba hae bo atamele babolai.” “Haeba lengeloi le leng la a sekete, le le hlakoreng la hae, e le mmoelanyi, le ruta motho seo e leng toka, le tla mo hauhela, le bue, le re: Mo hauhele, a se theohele lebitleng, hobane ke se ke mo fumanetse se mo lopollang. Nama ya hae e tla ntjhafala, e tshwane le ya lesea, a okolohe, a tshwane le mehleng ya botjha ba hae. O tla rapela Modimo, yena a mo rekolohele, fahleho sa hae a tla se bone a nyakaletse, hobane Modimo o mmuseletsa ho loka ha hae. O tla binela batho, ebe o re ho bona: Ke entse sebe, ka kgopamisa ho loka, empa sebe seo sa ka ha ke a se otlelwa. O pholositse moya wa ka O se ye lebitleng, ke tla boela ke phele, ke nne ke bone lesedi. “Tsena tsohle Modimo o di etsa ho motho, a ka di etsa habedi, a ka di etsa hararo, hore a phemise motho ho theohela lebitleng, sedi la bophelo le tle le mmonese. “Hlokomela, Jobo, o ke o mmamele; ako kgutse, mme nna ke tla bua. Haeba o na le puo, ako nkarabe; bua, ke kgolwe hore ha o na molato. Haeba o sa re letho, eka kgona o mmamele; ako kgutse, mme ke tla o ruta bohlale.” Yaba Elehu o tswela pele, o re: “Lona bahlalefi mamelang polelo tsa ka! Lona bo-tsebanyane theang tsebe le mmamele! Tsebe e hlwaya mantswe ha a buuwa, jwalokaha dijo di latsuwa ke mahalapa. A re ikgetheleng se lokileng ka borona, a re tsebeng ka borona se leng molemo. “Jobo o re: Nna ha ke na molato, empa Modimo o nkamohile tokelo ya ka. Le hoja ke nepile tjena ho thwe ke leshano, le hoja ke se na sebe, qeba la ka le hana ho fola. “Motho ke ofe ya tshwanang le Jobo? O momorotsa nyefolo jwalokaha metsi a nowa; yena o tsamaya mokgatlong wa baetsadibe, ba kgopo o tsamaisana tsela le bona; o re: Motho a ke ke a putswa ka letho, leha a leka ho kgahlisa Modimo. “Lona bahlalefi, mmameleng ke hona: Modimo a ke ke a ba a etsa bokgopo, Ya Matla wohle a ke ke a ba a etsa phoso. O putsa motho ho ya ka mesebetsi ya hae, o putsa motho ho ya ka metsamao ya hae. Ruri Modimo a ke ke a ba a etsa bokgopo, Ya Matla wohle a ke ke a kgopamisa ho loka. O beilwe ho okamela lefatshe ke mang? Fatshe lohle lona le theilwe ke mang? Haeba e ne le morero wa hae, a busetsa moya wa bophelo ho yena, tsohle tse phelang di ne di tla timela, motho le yena, a kgutlele leroleng. “Ha o le bohlale, ako mamele, polelo tsa ka o di sekehele tsebe! Na ya hloileng toka, ho busa a ka ho tseba? Kapa o ahlola Ya Matla, Ya Lokileng? Yena ya reng ho kgosi: O motho-dikobo, ho mahosana: Lona le balotsana! Ha a ye ka leeme ha a sebeletsa babusi, morui le mofutsana ke ditshwantshwang ho yena, kahoba bohle ke mmopo wa matsoho a hae. Ka ho panya ha ntshi ba shwa le hara bosiu, tjhaba se hlokolehe, bona ebe ba iketse; natla di nyamele di sa angwa ke letsoho la motho! “Mahlo a hae a disitse metsamao ya batho, mehato yohle ya batho le yona o a e bona. Ha ho na lefifi le letsholetsho, moo baetsadibe ba ka tsebang ho ipata. Modimo ha a hloke ho balla batho dinako ho tla kahlolong, kapele ho yena. O thuakanya bo-ramonatla ho se na nyewe, tulong tsa bona ebe o bea ba bang. Ka baka leo, mesebetsi ya bona o a e tseba, ba phetholwa e le bosiu, ebe ba a phetshelwa. Modimo o ba otlela bokgopo ba bona, o ba otlela pontsheng ya batho bohle, hobane ba kgaoditse ho mo latela, ha ba a ka ba natsa tsela tsohle tsa hae. Dillo tsa mafutsana ba di fihlisitse ho yena, dillo tsa bahlomohi Modimo o a di utlwa. “Haeba a ikgutsetsa a ka nyatswa ke mang? Ha ipata sefahleho, teng a ka bonwa ke mang? O okametse batho le ditjhaba ka ho tshwana. O thibela motho ya kgopo ho busa, a mo thibele ha a tjhehela setjhaba maraba. “Haeba motho a ka re ho Modimo: Ke ipona molato, nke ke ka sitwa hape; ako nthute tseo ke sa di tsebeng, haeba ke entse bokgopo nke ke ka pheta hape; na o re Modimo a ye ka thato ya hao, athe wena o nyatsa diketso tsa hae? Boikgethelo ke ba hao, hase ba ka, kahoo wena bolela seo o se tsebang. “Ba nang le kutlwisiso ba tla bolela, banna ba bohlale, ba nkutlwang, ba re: Jobo o ipuela feela a se na tsebo, polelo tsa hae bohlale di a bo hloka. Jobo a nna lekwe ho-ya-ho-ile, hobane o araba sa batho ba kgopo. Dibe tsa hae o di eketsa ka bofetohedi, o etsa nyediso moo re mo utlwang, ka polelo tse ngata o nyedisa Modimo.” Elehu a bua hape, a re: “Na o bona ho nepahetse ha o re: Nna ke lokile ho feta Modimo?>*** O re ho yena: Molemo ke ofe oo ke tla o bona? ke tla boellwa keng ka ho se etse sebe?>*** “Jwale nna polelo tsa hao ke tla di araba, le tsona tsa metswalle ya hao. Lelalla mahodimong o ke o bone, tadima maru a o phahametseng. Ha o etsa sebe Modimo o mo senyetsa eng? Ha o ngatafatsa tshito tsa hao, hoo hona ho mo etsetsa eng? Haeba o lokile o mo nea eng? Kapa o amohela eng letsohong la hao? Bokhopo ba hao bo senyetsa ba jwaloka wena, ho loka ha hao ho thusa ba jwaloka wena. “Batho ba lliswa ke ho hatellwa haholo, ba llela ho namolelwa kgokeng tsa ramonatla. Empa ha ho ya reng: Modimo, Mmopi wa ka, o kae, ya re kgothatsang ka difela bosiu, ya re rutang ho fetisa phoofolo tsa naha, ya re hlalefisang ho fetisa nonyana tse fofang?>*** Leha ba ipiletsa, yena ha a arabe, ka baka la boikakaso ba ba etsang bokgopo. Ruri Modimo a ke ke a mamela mafeela, Ya Matla wohle a ke ke a a natsa. “A ka o mamela jwang, o re ha o mmone; o re nyewe ya hao e kapele ho yena, wena o so lebeletse yena feela? O ithetsa ka ho re kgalefo ya hae ke mosesetso, esita le bokgopo Modimo ha a bo natse. Ka baka lena, Jobo o bua feela, o pepeta haholo, feela a se na tsebo.” Elehu a tswela pele, a re: “Bea butle ho se hokae, nke ke o bontshe: Polelo tse emelang Modimo di sa le teng. Tsebo ke tla e fuputsa hole le hohle, ha ke buella ho loka ha Mmopi wa ka. Polelo tsa ka hase tsa bosawana; ya buang le wena ke monna wa mohlalefi. “Modimo o matla, empa ha a nyedise batho; ha ho letho leo a sa le tsebeng. A ke ke a tlohela moetsadibe a phela, empa mafutsana o a sebeletsa ka toka. Ba lokileng ha a kgaotse ho ba hlokomela, o ba bea le dikgosi hodima diterone; o ba bea teng, a ba phahamise kamehla yohle. Empa ha ba tlamilwe ka mahlaahlela, ba bofilwe ka kgwele tsa tlokotsi, o ba supisa mesebetsi ya bona, dibe tse entsweng ka boikgantsho. O etsa hore ba mamele kgalemelo ya hae, a ba laele hore ba furalle bokgopo. Ha ba mo mamela, ba mo sebeletsa, ba tla qeta matsatsi a bona ka boiketlo, lemo tsa bona ba di qete ba atlehile. Empa ha ba ithiba ditsebe, ba sa mamele, lefu la bona e tla ba la sabole, ba be ba shwe tsebo ba se na yona. “Baetsadibe ba tletse kgalefo dipelong tsa bona, leha ba se ba tlamilwe ha ba ke ba kopa thuso. Ba shwa ba sa le batjha, ba shwe ba phela le bo-ramaotwana. Ba ditlokotsing o ba pholosa ka ditlokotsi, a thibolle tsebe tsa bona ka matshwenyeho. “Le wena a ka ba o ntshitse ditsietsing, a o isitse bakeng se sa patisanang, moo tafole ya hao e tla tlala mapetle! Kahlolo ya ba kgopo e o wetse hodimo, kahlolo le toka di se di o maname. Hlokomela, esere maruo a o hohela, o se ka dumela ha tjotjo e o kgelosa. Ha o llela thuso, maruo a hao a ke ke a o tswela molemo, kapa matla a hao a o ntsha tsietsing tsa hao. Se labalabele bosiu ba kahlolo ho fihla, ha tjhaba di timela dibakeng tsa tsona. Hlokomela, o se sekamele bokgopong, boo o bo ratang ho feta tlokotsi. “Modimo o phahametse bohle ka matla a hae; moruti ke ofe ya tshwanang le yena? Tsela ya hae o e kgethetswe ke mang? Ke ofe ya ka reng ho yena: Mona jwale o fositse?>*** Hopola ho tlotlisa mesebetsi ya hae, mesebetsi eo batho ba e rokang ka difela. Batho bohle ba bone mesebetsi eo, ba e boha ba le hole le yona. Modimo o moholo ho feta kutlwisiso ya rona, palo ya lemo tsa hae ha re ka ke ra e fihlela. “O monya marothodi a metsi, ka mouwane wa ona ebe o nesa pula. Maru a pula a tlhotlela diphororo fatshe, mafafatsane e be ditlwebelele, e be ditlwebelele ho batho. Ya tsebang ho thiba ha maru ke mang, le ho thwathwaretsa ha lehodimo la hae? Hadima la hae le takolotsa le lehodimo, botebo ba lewatle o a bo kguruma. Ke ka tsona a ahlolang ditjhaba, ke ka tsona a di fang nala. O tshwere lehadima ka matsoho a hae, o laela hore le otle botsekeng. Letolo ke selelekela sa sefefo sa hae, ho tla ha sona le diphoofolo di a ho tseba.” “Fefo sena se thefula methapo ya pelo ya ka, ere ha e thanya e be tlohe madulong. Mamedisa ho thwathwaretsa ha ntswe la Modimo, o mamele modumo o tswang molomong wa hae. O dumisa letolo tlasa mahodimo wohle, hadima la hae le yo fihla pheletsong tsa lefatshe. Lentswe le purumang le latela lehadima, Modimo o pokosela ka ntswe la bohosi ba hae; ha maru a thwathwaretsa lehadima ha a le thibele. Ho pokosela ha ntswe la Modimo ho a makatsa; o etsa dikgolo tse fetang kutlwisiso ya rona. Ho lehlwa o re: Kgethehela lefatshe! Ho lefafatsane: Fetoha ditlwebelele! Mosebetsi wa motho ka mong o a o emisa, batho bohle ba tsebe mosebetsi wa hae. Batana di hohobela dilaong tsa tsona, ebe ka mesimeng ya tsona di a ipothela. Mamati a tjhankana ya sefefo a petlekilwe, meya e pepetlang e tlisa serame. Ha Modimo a phefumoloha leqhwa le a bopeha, kahohle metsi a fetohe qhoqhwaane. Maru a matsho a dusa pula ya motloporo, ka maru ao, Modimo lehadima o a le hasa. Maru a ntsa phethesela tseleng ya wona, a aparetse lefatshe kahohlehohle, a phetha taelo tseo Modimo a di entseng. Modimo a ka nesa pula e le kotlo ho batho, kapa a e nesa hore fatshe le be mongobo, kapa a e nesa e le supo sa lerato la hae. “Oho, wena Jobo, ako mamele sena: Kgutsa, o ko nahane dimakatso tsa Modimo! Na o tseba kamoo Modimo a laolang maru kateng, le kamoo a etsang hore hadima la hae le tsekeme? Na o tseba kamoo maru a tsheheditsweng kateng, le dimakatso tsa eo tsebo ya hae e phethehileng? Na o tseba hore aparo di futhumatsa jwang ha moya o hlaha borwa, naha e jele boya? Na o ka mo thusa ho sarolla mahodimo, mahodimo a bothata ba seipone sa lethose? “Re rute hore na re tle re reng ho yena; re sitwa ho rala nyewe hobane re lefifing. Na a ka bolellwa hore ke rata ho bua le yena? Haeba motho a ka bua, ruri o tla timetswa! “Ho jwalokaha moya o fefera maru, tsatsi le sala mmanameng le kganya, batho ba sitwa ho le tadima ke ho ba fahla; le hlaha ka leboya e ka kgauta, tlotla ya Modimo e re kenyetse tshabo. Ya Matla wohle re ke ke ra mo fihlela, o re phahametse ka matla le ka dikahlolo, a ke ke be a sokamisa toka ya hae. Ka baka leo, batho bohle ba a mo tshaba, bo-tsebanyane bohle ha a ba natse.” Jwale Morena a araba a le kahara sefefo, a re ho Jobo: “O mang wena, o fifatsang merero ya ka ka ho pepeta, empa o se na tsebo? Itlame letheka, o eme senna, ke o botse dipotso, wena o nkarabe. “Ha ke rala metheo ya lefatshe o no le kae? Haeba o na le tsebo, ako bolele he! Kaha o tsebanyane: Tekanyetso tsa lona di rerilwe ke mang? Thapo e methang bonamo e harolotswe ke mang? Tshiya tsa metheo ya lona di epetswe kae? Lejwe la mantlha lona la bewa ke mang, mohla bo-Mphatlalatsane ba binang ba le mmoho, mangeloi wohle a howa ka thabo? “Mohla lewatle le phatlohang mohloding wa lona, menyako e ne tinketswe ke mang ho le thibela? Ha ke ne ke le etsetsa kobo ya maru, ke le tlama mokgubu ka fifi la bo-nka-ntjana; ha ke ne ke le sehela meedi ya lona, ke le tinkeletsa ka mamati le mekwallo, ka na ka re: Maremelo a metsi a hao ke ana, maqhubu a hao a bilohang a tla fella mona! “Haesale o tswalwa na o kila laolela meso dinako, wa laela mafube ho hlaha ka nako ya wona, hore pheletso tsa lefatshe a di aparele, ba kgopo ba be ba phasaphase? Jwalokaha mmopo wa tempe sa tiiso o sala letsopeng, sedi le bonahatsa bopeho tsa lefatshe hantle, le di bonahatse sa mokgabiso seaparong. Ba kgopo ba ke ke ba bona lesedi, matla a bona a tla fediswa. “Na mehloding ya lewatle o kila fihla? Kapa kgotjheletsane tsa madiba wa di tsamaya? Na menyako ya ntlo ya lefu o kila e bona? Kapa wa bona menyako ya Nqalo ya Bafu? Na bonamo ba lefatshe o a bo tseba? Haeba tsena tsohle o a di tseba, ako bolele! “Tsela e yang habo lesedi ke efe? Lehae labo lefifi lona le hokae? Na o ka di isa habo tsona? Na tsela tse yang teng o a di tseba? O a di tseba, hoba o tswetswe pele ho tsona! Lemo tsa ho phela ha hao di ngata! “Na o kila kena matlung a polokelo ya lehlwa, kapa wa bona matlo a polokelo ya sefako, tseo ke di boloketseng nako ya ditsietsi, tsatsi la ho futuha le la dintwa? Tsela e yang ntswanatsatsi yona e kae? E yang habo moya wa botjhabela yona e kae? “Metsi a dikgohola a tjheketswe molapo ke mang, letolo le thwathwaretsang la rallwa tsela ke mang, hore pula e nele nahathothe, lehwatateng leo ho seng baahi ho lona, bataolo le dikaka di tle di nwesetswe, mobung ho fupuhe jwang bo botalana? Ntata pula ekaba yena ke mang? Marothodi a phoka wona a tswetswe ke mang? Ekaba leqhwa le tswa ho ya mang popelo? Rame sa lehodimo se lalang sona se tswetswe ke mang? Metsi a a hwama, a be sengangata jwaloka lejwe, leqhwa le aparele madiba kahohle. “Na o ka tlamahanya mahlaahlela a Selemela, kapa wa lokolla kgwele tsa Makolobe? Na o ka hlahisa dinaledi ka dinako tsa tsona, wa tsamaisa Bere le naletsana tsa yona? Melao e tsamaisang tsa lehodimo na o a e tseba? Na le moo lefatsheng o ka e sebedisa? “Ka ntswe la hao, na maru o ka a laela hore a o apese ka pula ya ditlwebelele? Na ke wena ya ka laelang lehadima ho thwakgatsa? Na le ye le tle ho wena, le re: Ke nna enwa?>*** Pelo ya motho bohlale e bo filwe ke mang? Mohopolo wona kutlwisiso wa e newa ke mang? Mohlalefi ke ofe ya tsebang ho bala maru, ya ka thulamisang merifi, merifi ya lehodimo, ha role la lefatshe le fetoha sengangata, makwete a momana, a etsa diqitikwe? “Na o ka tsomela tauhadi dinyamatsane, kapa tawana tsa yona wa di kgorisa ha di lapile, di ntse di qatjhame dilaong tsa tsona, kapa di laletse kahara dihlahla? Ke mang ya baballang lekgwaba ka dijo, ha madinyane a lona a ipiletsa ho Modimo, a lelera hohle ke ho hloka dijo? “Na o tseba nako ya ho tswala ha podi ya naha? Na o kila bona kgama ha e phatla, e tswala? Na o ko bale kgwedi tsa kemaro ya tsona? Kapa o tsebe tsatsi la ho tswala ha tsona? Di botha fatshe, di tswale manamane a tsona, bohloko ba ho tswala ebe bo fedile. Manamane a tsona a holela naheng, ha a sa shahlile ebe a lahla mohlape. “Tonki e hlaha e neilwe bolokolohi ke mang? Meja e ne e kgatile e lokolotswe ke mang? Ke e abetse lehwatata hore e phele ho lona, masabasaba a lenyekethe e be bodulo ba yona. Lehesheheshe la metse e etsa metlae ka lona, mehoo ya moqhobi ha e fihle tsebeng tsa yona. E alohela thabeng ho ya tsoma lekgulo, e nyakurele kahohle ho batla ho hotalana. “Na nare e ka thapa, ya eba pelesa ya hao? Kapa ya robala e bothile pela sejelo sa hao? Na o ka e pana mohomeng hore e o lemele? Makwete ya a phophotha e o setse morao? Na o ka e tshepa ka baka la matla a yona? Wa e tshepela ho phetha mesebetsi ya hao e boima? Na o ka e tshepela ho pola mabele a hao, le ho a thothela hae ha a le otlong sa hao? “Mapheo a dimpshe a phuphusela ka thabo, empa e ke ke ya fofa jwaloka mokotatsie. Mpshe e behela mahe a yona mobung, e a tlohelle teng ho alangwa ke lehlabathe. Ha e elellwe hore leoto le ka a bjaratsa, kapa sebatana sa a hatakela hodimo. E sotla madinyane a yona jwalokaha eka hase a yona, ha e tsotelle letho, leha eba e tswaletse lelea, hobane yona Modimo o ila e tima bohlale, a se ka e tsipela le kelello ena e pala! Empa ha e thathalatsa mapheo ho matha, e a keketeha ha e bona pere le mopalami! “Na pere matla e a filwe ke wena, molala wa o kgabisa ka moetse o maebeebe? Na o ka tseba ho e qotomisa sa tsie, wa e kgorohlisa ka dinko ho tshosa batho? E tila fatshe ka kgohlong, e thabetse matla, e itukubetse kahara marumo sa motswelantweng Pere e tsheha tshabo, ha ho letho le e tshosang; ha e ke e furalla ke ho tshaba sabole. Kgopong tsa yona ho shohlomana kgohlopo, ho bile ho tsekema marumo le ditsenene! E koma mobu ka bohale le ka mabifi, leha ho letswa lenaka ho tila ha e ho kgaotse. Ha naka le lla e a howa, e re: Aha! E dupa monko wa ntwa e sa le hole! E dupe mehoo ya balaodi le mekgosi ya ntwa. “Na ke ka bohlale ba hao phakwe e tsebang ho fofa, e thathalatsang mapheo, ebe e leba borwa? Na ke ka taelo ya hao ntsu e tsebang ho fofa, e hahang hlaha sa yona hodimo tsullung? E phela dilomong, bosiu e lala hona teng, qhobosheane ya yona e ka lefarung. Diselo e di tsoma e dutse hona moo, mahlo a yona a di bona di le hole. Madinyane a yona a phela ka ho nwa madi, kamehla yona e fumanwa hara dififi.” Morena a boela a re ho Jobo: “Na monyatsi a ka phea kgang le Ya Matla wohle? Ya nyatsang Modimo a ke a arabe!” Yaba Jobo o araba Morena, o re: “Bona, ha ke letho! Nka o araba jwang? Ka tsoho la ka ke thiba molomo wa ka. Ke se nkile ka bua, nke ke ka hlola ke araba; ke ile ka bua habedi, nke ke ka bua ho feta moo.” Morena a araba Jobo a ntse a le kahara sefefo, a re: “Itlame letheka, o eme senna, ke o botse dipotso, wena o nkarabe. “Na kahlolo ya ka o tla fela o e hanyetse, ebe o mpea molato, hore o itokafatse? Na tsoho la hao le tshwana le la Modimo, hoo o ka kirietsang ka ntswe le kang la hae? Ikgabise he ka tlotla le ka bokgosi, o ikapese ka hlompho le botlotlehi. Filo la kgalefo ya hao o hlo le hlatse, ha o bona moikgohomosi o mo kokobetse; ha o bona moikgohomosi o mo theole, o tlabikelle ba kgopo tulong tsa bona; o ba epele leroleng ba le mmoho, topo tsa bona o di kwahelle ka lebitleng. Jwale le nna ke tla o thoholetsa, ke re: Tsoho la hao le letona le ka o pholosa! “Tadimisisa kubu hantle! Ke e bopile jwalokaha ke o bopile, empa yona e fula jwang jwaloka kgomo. Ako bone matla a letheka la yona! Bona bothata ba ditshika tsa mohodu wa yona! E peralatsa mohatla wa yona, e o peralatse jwaloka fate sa kedare, ditshika tsa rope tsa yona di teteane; masapo a yona a tshwana le pompo tsa lethose, masapo a yona a tshwana le ditshiya tsa tshepe. Hara mmopo wa Modimo ke thahadima, e ka hlolwa feela ke Mmopi wa yona. Dijo tsa yona di theoha dithabeng, moo phoofolo tsa naha di bapallang teng. E botha tlasa difate tsa leoka, e ipata mokgwabong hara lehlaka. Leoka le e etseditse moriti, e etseditswe sakana-la-nkope, la e etsetswa ke meduwane, meduwane ya melatswana. Ha e balehiswe ke ho tlala ha noka, ha e tshohe leha Jorodane e ka phuthumana, ya phuthumanela ka hanong la yona. E ka tshwarwa ke mang e ntse e shebile, Ya kenngwa kgwathatha ka nkong ke mang? “Na ka selope kganyapa o ka e tshwasa, kapa ka kgwele leleme la yona wa le tlama? Na o ka e kenya kgwathatha ka nkong? Kapa mohlaare wa yona wa o hlaba ka moutlwa? Na e tla rapela hore o e rekolohele, kapa e bue ka bonolo, e nne e o qekise? Na e tla etsa tumellano le wena, hore e be kgoba la hao kamehla yohle? O tla e bapadisa sa ha o bapadisa nonyana, kapa o e holehele bananyana ba hao? Na bahwebi ba heno ba tla e tsekisana ka theko, kapa ba e arolele bareki? Na ka dikwebe tlalo la yona o ka le phunya, kapa ka tsenene hlooho ya yona o ka e hlaba? Ako e ame ka letsoho la hao! Ntwa e tla ba ya kgumamela; o ke ke be wa hlola o pheta hape! “Tshepo ya ho e hlola ke lefeelafeelane, motho ha a e bona pelo ya hae e a nyahama. Ha ho na ya sebete se lekaneng ho e qholotsa; ebe jwale ke ofe ya ka thulanang le nna, Modimo? Ya ntsekisang molato ke ofe, ke tsebe ho mo lefela? Ditsohletsohle tlasa lehodimo ke tsa ka. “Ha nka ke ka tlohela ho bua ka ditho tsa kganyapa, ka matla a yona le bopeho se kgahlehang sa yona. Bokantle ba tlalo la yona bo ka ebolwa ke mang? Ya ka atamelang ke mang, a e kenya tomo hanong? Ya ka itetang sefuba ho e ahlamisa mehlaare ke mang? Meno a yona a dikwetsepe a a tshabeha! Mokokotlo wa yona o kwahetswe ke makgekgebu, makgekgebu a momahaneng eka a manamisitswe ka boka; a momahane haholo, moya o ke ke wa tswa pakeng tsa wona. A kopantswe hathatathata, a momahane hoo a ke keng a arohanngwa. Ha e thimola, ka nkong tsa yona ho tswa lesedi; mahlo a yona eka mahlasedi ha mafube a hlaha. Malakabe a tlola ka molomong wa yona, tlhase di betseha seka motjhotjhonono. Mosi o foqoha ka nkong tsa yona, jwaloka mosi ha pitsa e mollong wa ditlhaka e bela. Moya wa yona o butswela mashala a hlene, malakabe a tlole ka hanong la yona. Molala wa kganyapa o shidikane, ba e bonang ba phakgasela ke tshabo. Maphutha a tlalo la yona a momahane, a sataletse, a ke ke a sisinyeha. Bothata ba pelo ya yona ekare ba lejwe, bothata ba yona bo tshwana le ba lwala la moralla. Ha e soballa natla di a phakgasela, di suthe kapele ho yona ke tshabo. Kahodima yona ho kuba sabole, ho kube lerumo, le motsu, le yona tsenene! Ho yona tshepe e tshwana le setoroi feela, lethose le tshwana le patsi e bodile. Ha e balehiswe ke metsu e betswa, majwe a letjeketjane a ka mmoko ho yona. Ho yona koto e tshwana le setoroi feela, ho shohlomana ha marumo ho a e keketehisa. Mpa e makgekgebu a thata sa mangetana, e siya mohlala jwaloka selei se hulwa seretseng. E tsapodisa madiba jwaloka pitsa e bela, lewatle le bele sa pitsa e phehile mafura. Tseleng e siya mophula wa metsi a benyang lekweba, o ka re moriri o moputswa o metse lewatleng. Fatsheng lohle kganyapa ke torobela, ke bopuwa se sa bopellwang le tshabo. Tsohle tse mabela e di shebela maotong, ke kgosi ya batana tsohle tse ikakasang.” Yaba Jobo o araba Morena, o re: “Ke a tseba hore tsohle o ka di etsa, le hore ha ho morero o ka o sitang. O ila botsa, wa re: Ya sitisang merero ya ka a se na tsebo, ke mang? Ke kahoo ke reng: Ke buile ka tseo ke sa di utlwisiseng, tse makatsang haholo hoo ke sa di tsebeng. “Yaba o re: Mamela jwale, mme nna ke tla bua. Ke tla o botsa dipotso, wena o nkarabe. Ke utlwile feela ha o ntso bolelwa, empa jwale ke o bone ka mahlo a ka. Ka baka lena, ke swabela polelo tsa ka, ke ikwahlaya ke le leroleng, ke le moloreng.” Yare hoba Morena a qete ho bua mantswe ana ho Jobo, a re ho Elefase ya tswang Temana: “Wena le metswalle ya hao e mmedi ke le halefetse haholo. Ha le a ka la bua ka nna ka mokgwa o tshwanelang, jwalokaha Jobo, mohlanka wa ka, yena a ile a bua. Ka baka lena, nkang dipoho tse supileng le dipheleu tse supileng, le ye ho Jobo, mohlanka wa ka, le iketsetse nyehelo ya setjheso. Jobo, mohlanka wa ka, o tla le rapella. Nna ke tla ananela thapelo ya hae, ke se ke ka le otla ho ya ka bothoto ba lona, hobane ha le a ka la bua ka nna ka mokgwa o tshwanelang, jwalokaha Jobo, mohlanka wa ka, yena a ile a bua.” Yaba bo-Elefase ya tswang Temana, le Biledade ya tswang Shua, le Sofara ya tswang Naama, ba etsa kamoo Morena a ba laetseng kateng, mme Morena a ananela thapelo ya Jobo. Hoba Jobo a rapelle metswalle ya hae, Morena a boela a mo atlehisa. Tsohle tseo a neng a ena le tsona Morena a mmuseletsa tsona habedi. Jwale bana babo kaofela, le dikgaitsedi tsa hae kaofela, le bohle ba neng ba tsebana le yena pele ho mona ba tla ho yena. Ba fihla ba eja dijo le yena, ba le ka tlung ya hae, ba mo tshedisa malebana le bobe bohle boo Morena a ileng a mo tlisetsa bona. Motho ka mong wa bona a mo nea tjhelete ya kesita, le reng ya kgauta. Yaba Morena o hlohonolofatsa dilemo tsa ho qetela tsa bophelo ba Jobo ho feta dilemo tsa pele. A ba le dikgutshwane tse dikete tse leshome le metso e mene, le dikamele tse dikete tse tsheletseng, le dipholo tse dikete tse pedi, le ditonki tse tshehadi tse sekete. A ba a ba le bara ba supileng le baradi ba bararo. Moradi e moholo a mo rea lebitso la Jemima, wa bobedi a mo rea la Kesia, wa boraro a mo rea la Kerene-Hapuke. Naheng eo yohle ha ho a ka ha eba le barwetsana ba batle jwaloka baradi bao ba Jobo. Ntata bona a ba abela lefa jwalokaha a ile a abela bana babo bona. Kamora mona, Jobo a phela dilemo tse lekgolo le mashome a mane. A bona bana ba hae le ditloholo le ditloholwana tsa hae ho ya fihla molokong wa bone. Jobo a shwa a se a tsofetse haholo, dilemo tsa hae di le ngata. Ho lehlohonolo motho ya sa lateleng dikeletso tsa ba kgopo, ya sa tsamayeng tseleng ya baetsadibe, ya sa duleng mokgatlong wa basomi; a mpa a thabela Molao wa Morena, Molao oo a o nahana motsheare le bosiu. Eo o jwaloka sefate se hlomilweng pela metsi a nwesetsang, se behang ditholwana ka nako ya tsona, seo mahlaku a sona a sa poneng. Yena o atleha ho tsohle tseo a di etsang. Ba kgopo bona ha ba jwalo; empa ba jwaloka mmoko o fefolwang ke moya. Kahoo ba kgopo ba ke ke ba phema kahlolo, baetsadibe ba ke ke ba balellwa le ba lokileng; hobane Morena o tseba tsela ya ba lokileng, athe tsela ya ba kgopo e isa timelong. Moferefere ke wa eng hara ditjhaba? Matjhaba a rerelang ntho tsa mafeela? Dikgosi tsa lefatshe di eme ka maoto; babusi, ba le mmoho, ba rera Morena le Motlotsuwa wa hae, ba re: “A re itokolleng ditlamong tsa bona, re lahleng joko ya bona.” Ya dutseng teroneng, lehodimong, o a ba tsheha, Morena o a ba soma. Jwale o bua le bona ka kgalefo, ka bohale ba hae o a ba tshosa, o re: “Thabeng ya ka e halalelang, thabeng ya Sione, nna ke beile kgosi ya ka.” Yona e re: “A nke ke phatlalatse taelo ya Morena. “O itse ho nna: O mora wa ka; kajeno ke o tswetse. Nkope, ke tla o nea ditjhaba e be lefa la hao, le lefatshe ka bophara ba lona e be leruo la hao. O tla di busa ka lere la tshepe, o di pshatle jwaloka nkgo ya letsopa. ” Jwale he, halefang, lona dikgosi; eletsehang, lona babusi ba lefatshe. Sebeletsang Morena ka tshabo, le itihele maotong a hae ka thothomelo. Ho seng jwalo o tla halefa, mme le timelle tseleng ya lona, hobane kgalefo ya hae e phakisa ho tuka. Ho lehlohonolo bohle ba tshabelang ho yena. Pesalema ya Davida ha a baleha mora hae Abosalome. Morena, dira tsa ka di ngata hakaakang! Ba bangata ba ntsohelang matla, ba bangata ba buang ka nna, ba re: “Modimo ha a na ho mo pholosa.” Empa wena Morena, o thebe e ntshireletsang, o mpha seriti, o ntsosa molota. Ha ke ipiletsa ho Morena, o nkaraba a le thabeng ya hae e halalelang. Ke ye ke ithoballe, ke kgalehe, ke be ke itsohele, hobane Morena o na le nna. Ha ke tshabe diketekete tsa batho tse ntikileng kamahohle. Thusa, Morena! O mpholose, Modimo wa ka, wena ya jabelang dira tsa ka tsohle marameng, ya pshatlang mehlaare ya ba kgopo. Pholoho e tswa ho Morena. Tlhohonolofatso ya hao e ke e be hodima setjhaba sa hao. Pesalema ya Davida. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka diletsa tsa dikgwele. Oho, Modimo, mosireletsi wa ditokelo tsa ka, ako nkarabe ha ke ipiletsa ho wena. O ntokolotse matshwenyehong a ka; nkgauhele, o mamele thapelo ya ka. Lona batho ting! le tla ntlontlolla ho fihlela neng, le rate mafeela, le mathele mashano? Tsebang hore Morena o etsetsa motshepuwa wa hae tse hlollang, Morena o a mmamela ha ke ipiletsa ho yena. Tshabang Modimo, le se hlole le etsa sebe; tholang, mme le thuise tsena ka dipelong, le di thuise ha le le diphateng. Nyehelang ka mahlabelo ka mokgwa o lokelang, le nyehele ka wona, le tshepe Morena. Ba bangata ba re: “Re tla fumantshwa lehlohonolo ke mang?” Oho, Morena, re phuthollele sefahleho sa hao. O thabisitse pelo ya ka ho feta mohla batho ba atetsweng ke koro le veine. Ke tla ithoballa ka kgotso, ke kgalehe hanghang, hobane Morena ke wena feela, ke wena feela ya ntshireletsang kahohle. Pesalema ya Davida. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka makodilo. Oho, Morena, ako sekehele mantswe a ka tsebe, o mamele mefehelo ya ka. Wena kgosi ya ka le Modimo wa ka, ako utlwe ha ke llela thuso. Ke rapela wena Morena, hoseng o utlwa sello sa ka; hoseng ke lokisa sehlabelo, mme ke lebella karabelo ya hao. O Modimo ya sa thabeleng bokgopo; motho e mobe o ke ke wa mo amohela. Baikgohomosi ba ke ke ba ema pela sefahleho sa hao; o hloile bohle ba etsang tse sa lokang. O timetsa ba leshano; Morena o nyonya babolai le bathetsi. Empa nna nka kena tlung ya hao, ka baka la boholo ba mohau wa hao. Ke tla o kgumamela ka tshabo, ka Tempeleng ya hao e halalelang. Morena, ako ntataise ka ho loka ha hao, ka baka la dira tsa ka tse ntaletseng. Batalatsa tsela ya hao kapele ho nna. Melomong ya dira tsa ka ha ho nnete e tswang, dipelong tsa tsona di rera ho timetsa, mmetso ya tsona ke lebitla le ahlameng, maleme a tsona a monate. Modimo, di ahlolele molato wa tsona, di we ka baka la merero ya tsona. Di leleke ka baka la ditlolo tsa tsona tse ngata, hobane di o teletse. Empa bohle ba tshabelang ho wena ba ke ba thabe, bao o ba sireletsang ba se kgaotse ho etsa ditlatse, bohle ba ratang lebitso la hao ba o nyakallele. Ke wena Morena, ya hlohonolofatsang ya lokileng, o mo sireletsa ka mohau wa hao jwalokaha eka ke thebe. Pesalema ya Davida. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka diletsa tsa dikgwele, le ka seletsa se kgwele tse robedi. Oho, Morena, o se ke wa nkotla o nkgalefetse, o se ke wa nkgalemela o le bohale. Nkgauhele Morena, hobane ke feletswe ke matla; mphodise Morena, hobane ke opelwa ke masapo, mme ke sarelwa haholo. Empa wena Morena, o tla dieha ho fihlela neng? Kgutla Morena, o nnamolele, o mpholose ka baka la mohau wa hao. Bafu ba ke ke ba o hopola; ke mang ya ka o tlotlisang Nqalong ya Bafu? Ke kgathetse ke ho nna ke fehelwa; ka masiu wohle ke kolobisa diphate, ke kolobise diphate tsa ka ka meokgo, ke tshela mosamo wa ka ka dikgapha. Mahlo a ka a motela ke maswabi, a fifala ka baka la batubi ba ka. Tlohang ho nna, lona bohle ba kgopo, hobane Morena o utlwile sello sa ka. Morena o utlwile kopo ya ka, Morena o amohetse thapelo ya ka. Dira tsa ka tsohle di tla hlajwa ke dihlong, di tshohe haholo; di tla tjhetjha, di hlajwe ke dihlong hanghang. Kodi-ya-malla ya Davida eo a e binetseng Morena ka baka la mantswe a Kushe, Mobenjamine. Morena Modimo wa ka, ke tshabela ho wena, ke tshabela ho wena, ako mpholose, o nnamolele ho bohle ba ntlhorisang; esere ba mphamola jwaloka tau, ba ntsekolla ho se ya nnamolelang. Morena Modimo wa ka, haeba ke entse tsena: ha ke sebeditse bokgopo ka diatla tsa ka, ha ke entse mothusi wa ka hampe, ha ke senyeditse sera sa ka ho se lebaka, dira di ke di ntelekise, di ntshware, di ke di nkgatakelle fatshe, di mpolaye, di nkepele leroleng. Thusa, Morena, o ntse o halefile! O tsohele dira tsa ka tse bohale, o di tsohele matla; tsoha Modimo wa ka, wena ya dihang kahlolo. Phutheho ya ditjhaba e ke e o bokanele; wena o dule hodimodimo, o e okamele. Morena o ahlola ditjhaba. Nkahlolele, Morena, ho ya ka ho loka ha ka, le ho ya ka ho hloka kodi ha ka. Bobe ba ba kgopo bo ke bo fele, mme o tiise ba lokileng, wena ya hlahlobang moya le pelo, wena Modimo ya lokileng. Thebe ya ka ke Modimo, ya pholosang ba pelo di ntle. Modimo ke moahlodi ya lokileng, ya ahlolang kamehla yohle. Ha motho a sa bake, Modimo o tla leotsa sabole ya hae, a hule seqha sa hae, a se tjhehe; a lokise dibetsa tse bolayang, metsu ya hae a e etse ditsenene tse malakabe. Bonang, e mobe o emola tse manyala, o emara bokgopo, mme o tswala thetso. O tjhekile lemena, a le tebisa, a wela hona lemeneng leo a le tjhekileng. O jelwe ke bokgopo ba hae, sehloho sa hae se mo wetse hodimo. Ke boka Morena ka baka la toka ya hae, ke roka lebitso la Morena Ya Hodimodimo. Pesalema ya Davida. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka ditolotolo. Morena, monga rona, lebitso la hao le tlotleha hakaakang, le tlotleha lefatsheng lohle! Kganya ya hao, e kahodimo ho mahodimo, e bolelwa ka melomo ya bana le ya masea. O hahile qhobosheane ho thibela dira tsa hao, wa e haha ho sitisa sera le moiphetetsi. Ha ke boha mahodimo a hao, mosebetsi wa diatla tsa hao, ke boha kgwedi le dinaledi tseo o di beileng madulong a tsona, ebe motho e ne e le eng, hoo o ka mo hopolang? Ngwana motho e ne e le eng, hoo o ka mo hlokomelang? O mo entse ya katlasana ho mangeloi, wa mo rwesa mofapahlooho, mofapahlooho wa tlotla, wa mo rwesa mofapahlooho, mofapahlooho wa hlompho. O mo neile puso hodima mesebetsi ya diatla tsa hao, wa bea tsohle katlasa maoto a hae: manku le makgomo wohle, le tsona diphoofolo tsa naha; nonyana tse sepakapakeng, le ditlhapi ka lewatleng, le tsohle tse tsamayang ka lewatleng. Morena, monga rona, lebitso la hao le a tlotleha, le tlotleha hakaakang lefatsheng lohle! Pesalema ya Davida. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka lentswe le lesesanyane. Morena, ke o boka ka pelo ya ka yohle, ke bolela dimakatso tsohle tsa hao. Ke a o thabela, ke nyakallela ho wena; ke roka lebitso la hao, wena Ya Hodimodimo. Dira tsa ka di tjhetjhile ka santhao, di kgopilwe, tsa timela ha o hlaha, hobane o emetse nyewe ya ka le ditokelo tsa ka, o dutse teroneng ya hao o le moahlodi ya lokileng. O kgalemetse ditjhaba, wa timetsa ba kgopo, mabitso a bona wa a hlakolela ruri. Dira di ripitletswe ruri; metse ya tsona o e fetotse masupi, ha e sa tla hlola e hopolwa. Empa Morena o busa kamehla, terone ya hae o e theetse ho ahlola. O ahlola lefatshe ka toka, ditjhaba o di ahlola a se na leeme. Morena e ke e be qhobosheane ya ba hatellwang, qhobosheane nakong ya matshwenyeho. Ba tsebang lebitso la hao ba ke ba o tshepe, ba o tshepe hobane wena Morena, o ke ke wa furalla ba o batlang. Rokang Morena ya busang Sione, phatlalatsang diketso tsa hae, le di phatlalatse hara ditjhaba, hobane ya phetetsang madi o hopola bahlophehi, ha a lebale sello sa bona. Nkgauhele Morena, tadima kamoo ke hlophehileng kateng, ke hlophehile ka baka la ba ntlhoileng, wena ya nnyolotseng kgorong ya motse wa bafu, e le hore ke tle ke bolele dithoko tsa hao, ke di bolele kgorong ya motse wa Sione, mme ke nyakalle hobane o mpholositse. Ditjhaba di wetse lemeneng leo di le tjhekileng, maoto a tsona a tshwasitswe ke leraba leo di le tjhehileng. Morena o itsebahaditse, o phethahaditse kahlolo, ba kgopo ba kgatilwe ke mesebetsi, mesebetsi ya diatla tsa bona. Ba kgopo ba ikela Nqalong ya Bafu: tjhaba tsohle tse sa reng letho ka Modimo. Mafutsana a ke ke a leballwa ruri, tshepo ya bahlophehi e ke ke ya fetoha lefeela. Thusa, Morena! Motho a se ke a kgantsha matla, ditjhaba di ahlolwe kapela hao. Di kenye letswalo, Morena; ditjhaba di ke di tsebe hore e ntse e le batho feela. Morena, o emelang hole hakaalo? O ipatelang nakong ya matshwenyeho? Ya kgopo o a ikgantsha, o befetse ya hlophehileng; a ke a tshwaswe ke mano ao a a lohileng. Ya kgopo o ithorisa ka merero ya hae e mebe, ya meharo o rohaka Morena, o a mo nyedisa. Ya kgopo o swenya dinko, o re: “Modimo ha a phetetse, ha ho na Modimo.” Ke phetho seo a se nahanang. Kamehla o atleha mererong ya hae, dikahlolo tsa hao di mo phahametse, dira tsa hae tsohle o di tadima maotong. Ka pelong ya hae o re: “Nke ke ka sisinngwa ke letho, nke ke ka hlahelwa ke bobe le ka mohla.” Molomong wa hae ho tswa ditlhapa, le mashano le bomenemene, lelemeng la hae ho maname bolotsana, ho maname le bona bokgopo. O dula a laletse pela metsana, o bolaya ba se nang molato, o ba bolaya a ipatile. Ka mahlo o tsoma ba tsielehileng, o lalla jwaloka tau e bothile selaong sa yona; o lalla jwalo hore a tle a qhautse mohlophehi, a mo qhautse ka ho mo tshwasa ka leraba la hae. O a qatjhama, a batalle; ya tsielehileng a wele marong a hae. Ka pelong ya kgopo o re: “Modimo o a lebala, o ipatile sefahleho, a ke ke a bona letho le kgale.” Thusa, Morena! Oho, Modimo, itokisetse ho otla; o se ke wa lebala bahlophehi. Ya kgopo o nyedisetsang Modimo, ka pelong ya hae a re: “A ke ke a phetetsa?” Athe wena o bona bomadimabe le mahlomola; o a di lemoha, mme o a di laola. Ya tsielehileng o tshepile wena, ke wena mothusi wa dikgutsana. Robokela ya kgopo le e mobe, o phetetse bokgopo ba hae bo fele tu! Morena ke kgosi kamehla le mehla, baditjhaba ba fedile naheng ya hae. Morena, o utlwile takatso tsa ba eisehang, o ba matlafatsa dipelo, o ba sekehela tsebe, ho ahlolela kgutsana le ya hatellwang, hore motho wa lefatshe a se hlole a tshosa ba bang. Pesalema ya Davida, e qapetsweng motsamaisi wa dibini. Ke tshabela ho Morena. Keng ha le re ho nna: “Balehela thabeng jwaloka nonyana?” Ba kgopo ba se ba hula diqha tsa bona, ba kgwesa metsu ya bona, ba e kgwesa ba le lefifing ho fula ba pelo di ntle. Ha metheo e se e heleditswe, ya lokileng a ka etsa eng? Morena o ka tempeleng ya hae e halalelang, terone ya Morena e mahodimong. Mahlo a hae a bona bana ba batho, o a ba tadimisisa, o a ba hlahloba. Morena o hlahloba ya lokileng le ya kgopo, ya sehloho yena o mo hloile. Ba kgopo o tla ba nesetsa mashala, mashala a hlenneng le sebabole, kabelo ya bona e tla ba moya o tukang. Morena o lokile, mme o rata tse lokileng; ba pelo di ntle ba tla bona fahleho sa hae. Pesalema ya Davida. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka seletsa se kgwele di robedi. Re pholose Morena, batshepuwa ba fedile; botshepehi ha bo sa le yo ho bana ba batho. Batho ba bolellana mashano, maleme a bona a monate, empa ke bo-temepedi. Morena a ke a fedise bohle, bohle ba maleme a monate, le bohle ba melomo e ikakasang, e leng batho ba reng: “Re tla hlola ka maleme a rona; re tseba ho ipuella, ke mang ya ka re busang?” Morena o re: “Ka baka la ho tujwa ha bahlophehi, le la ho dumaela ha mafutsana, jwale ke kena dipakeng; ke tla ba fa pholoho eo ba e hloretseng.” Dipolelo tsa Morena ke dipolelo tse hlwekileng, di ka silefera e qhibidisitsweng seboping, silefera e hlwekisitsweng hasupa. Ke wena Morena, ya re lebelang, ya re sireletsang kamehla molokong ona, ho ba kgopo ba tletseng hohle, ha bosoro bo totile hara bana ba batho. Pesalema ya Davida, e qapetsweng motsamaisi wa dibini. Morena, o tla nne o ntebale ho fihlela neng? O tla mpatela sefahleho sa hao ho fihlela neng? Ke ho fihlela neng moya wa ka o tla utlwa bohloko, le pelo ya ka e hlomohe ka matsatsi wohle? Sera sa ka se tla ntlhola ho fihlela neng? Morena Modimo wa ka, tadima, o nkarabe hle; ako edise mahlo a ka, esere ka roballa ruri, sera sa ka sa tshoha se re: “Ke mo hlotse,” le ba ntwantshang ba thabela ho wa ha ka. Ha e le nna, ke tshepile mohau wa hao; pelo ya ka e ke e nyakalle hobane o mpholositse. A nke ke binele Morena, hobane o nketseditse tse molemo. Pesalema ya Davida, e qapetsweng motsamaisi wa dibini. Ka pelong sethoto se re: “Ha ho na Modimo.” Diketso tsa batho di bodile, di a nyonyeha, ha ho le ya mong ya etsang tse ntle. Morena, a le mahodimong, o tadima bana ba batho, ho bona hore na ho teng ya utlwisisang, ya batlang Modimo. Bohle ba kgelohile, ba senyehile kaofela; ha ho ya etsang tse ntle, ha ho le ya mong. Na baa bohle ha ba na tsebo, baa ba etsang tse sa lokang, baa ba itjellang setjhaba sa ka, jwalokaha ba eja bohobe, ba sa ipiletse ho Morena? Jwale ba tla tshoha haholo, ba tshohe, hobane Modimo o ka thekong, ya moloko o lokileng. Lona le ka soma merero ya ya hlophehileng, empa Morena ke setshabelo sa hae. E se eka pholoho ya Iseraele e ka tswa Sione! Mohla Morena a kgutlisang setjhaba sa hae, a se kgutlisa bothopuweng, Jakobo o tla nyakalla, Iseraele le yena a thabe. Pesalema ya Davida. Morena, ke mang ya ka dulang ka Tempeleng ya hao? Ke mang ya ka ahang thabeng ya hao e halalelang? Ke ya metsamao e se nang kodi, ya etsang tse lokileng; ya buang nnete e tswang pelong ya hae, ya sa etseletseng ka leleme la hae, ya sa etseng mohahabo hampe, ya sa tlameletseng wa habo, ya nyedisang ya kgopo, empa a hlompha ba tshabang Morena. Leha a ka senyehelwa, ha a kwenehele kano ya hae. Ha a adimane ka tjhelete ho iphumanela phaello, ha a amohele tjotjo ho ahlola ya se nang molato. Ya etsang tsena a ke ke a sisinngwa le ka mohla. Pesalema ya Davida. Ako mpaballe Modimo, hobane ke tshabela ho wena. Ke re ho Morena: “Ke wena Morena wa ka, ha ke na lehlohonolo ntle ho wena.” Ha e le medimo ya bohata e lefatsheng, ba kgahlwang ke yona ba rohakehile. Ba mathang kamora yona ba ipakela mahlomola; nke ke ka e etsetsa nyehelo ya madi, esita le ho bolela mabitso a yona, ho a bolela ka molomo wa ka. Morena, ke wena lefa la ka le mohope wa ka; tseo ke nang le tsona di tswa ho wena. Ke sehetswe kgubung, ruri ke thabela lefa la ka. Ke tla boka Morena, moeletsi wa ka; le bosiu pelo ya ka e a ntemosa. Kamehla ke ntse ke hopotse Morena, hobane o ka tsohong la ka le letona, nke ke ka sisinngwa. Kahoo pelo ya ka e thabile, moya wa ka o nyakaletse, le wona mmele wa ka o tla phomola, o tla phomola o phutholohile; o ke ke wa ntlohela Nqalong ya Bafu, o ke ke wa lesela motshepuwa wa hao, wa mo lesella ho bolla lebitleng. O tla mpontsha tsela ya bophelo; thabo e kgaphatsehang e fumanwa ho wena, ho ba ka tsohong la hao le letona ke monyaka o sa feleng. Thapelo ya Davida. Morena, ako utlwe thapedi ya ka, o mamele sello sa ka; o sekehele thapelo ya ka tsebe, hobane e tswa molomong o se nang mano. A nke ke ahlolwe ke wena, mahlo a hao a bone seo e leng toka. O hlahlobile pelo ya ka, wa ntlhwela le bosiu, wa nnonya, empa ha wa fumana letho le kgopo; ha ke a bua tse mpe jwaloka ba bang. Ho ya ka mantswe a tswang molomong wa hao, ke qobile mekgwa ya dinokwane. Mehato ya ka e latetse mehlala ya hao, maoto a ka ha a a ka a kgothometseha. Nna ke ipiletsa ho wena Modimo, hobane o tla nkaraba; ntshekehele tsebe, o mamele lentswe la ka. Ako bonahatse mohau wa hao, mohau o hlollang. Ba balehelang ka tsohong la hao le letona, ke wena ya ba pholosang ho ba ba tsohelang matla. O mpaballe jwaloka thaka ya leihlo la hao; o mpate moriting wa mapheo a hao, hole le ba kgopo ba ntlhekefetsang, hole le dira tse ntikanetseng. Pelo tsa bona ha di na mohau, melomo ya bona e tletse boikakaso. Ba tla ba ntobile, jwale ba nketsetsa sakana-la-nkope, ba ntswepetse mahlo ho nkgatakella fatshe. Ba jwaloka tau e labalabelang ho harola, le jwaloka tawana e bothileng selaong. Thusa, Morena! Ba futuhele, o ba dihe; ka sabole ya hao pholosa bophelo ba ka ho ba kgopo; ka letsoho la hao mpholose Morena, mpholose ho batho bana ba lefatshe, bao moputso wa bona o leng bophelong bona. Ba kgorise sa mpanaphatloha, ba kgorise ka tseo o ba boloketseng tsona; le bana ba bona ba tla di kgotsofalla, ba tle ba di siele le ditloholo tsa bona. Empa nna, ha ke se ke ahloletswe, ke tla bona fahleho sa hao; ha ke tsoha ke tla kgotsofalla boteng ba hao. Sa motsamaisi wa dibini. Sefela sa Davida, mohlanka wa Morena, seo a neng a se binele Morena, mohla Morena a mo namoletseng matsohong a dira tsa hae, le matsohong a Saule, a re: Ke a o rata Morena, wena matla a ka. Morena ke lehaha la ka, ke qhobosheane ya ka, ke monamoledi wa ka. Modimo wa ka ke lefika la ka, leo ke tshabelang ho lona; Morena ke thebe ya ka, ke lenaka la ka le ntwanelang, ke seqhobo sa ka. Ke ipileditse ho Morena ya lokelang ho roriswa, mme ka pholoswa direng tsa ka. Maqhubu a lefu a ne a ntikile, phororo tsa timelo di ne di nkukile. Maraba a lefu a ne a mpotapotile, difi tsa lefu di ne di ntjhehile. Makaqabetsing a ka ka ipiletsa ho Morena, ka llela Modimo wa ka hore a nthuse; a utlwa lentswe la ka a le ka tempeleng ya hae, sello sa ka sa fihla tsebeng tsa hae. Lefatshe la reketla, la thothomela, metheo ya dithaba ya tsukutleha, ya reketla, hobane a halefile. Mosi wa foqoha ka nkong tsa hae, mollo o timetsang wa betseha ka hanong la hae, mashala a hlenneng a tswa ka ho lona. A phetla mahodimo, a theohela fatshe, leru le letsho le le maotong a hae; a fofa a palame kerubime, a hoballa a le mapheong a moya. Lefifi a le etsa lesira la hae, maru a matsho a dusang pula, wona a a etsa tente ya hae; maru a apolwa ke kganya e mo etellang pele, ha na sefako sa mashala a tukang. Morena a thwathwaretsa, a thwatharetsa a le mahodimong, Ya Hodimodimo a utlwahatsa lentswe la hae; a fula ka metsu ya hae, dira tsa qhalana, a betsa mahadima, mme tsa phasaphasa. Madiba a mawatle a bonahala tlasetlase, metheo ya lefatshe ya phetleha, ha ho omana wena Morena, ha ho foka moya o tswang ka nkong tsa hao. Morena a nnanabela a le hodimo, a nnanabela a ntshwara, a nkinola metsing a lewatle; a nnamolela sereng sa ka se matla, ho ba ntlhoileng, ba neng ba mphekisa. Ba mphutuhela mohla tlokotsi ya ka, empa Morena a nthusetsa; a ntokolla, a mpholosa, a mpholosa hobane a nthata. Morena o mputsitse ho ya ka ho loka ha ka, o mpuseleditse ho ya ka ho hloka molato ha ka. Ke tiiseditse tseleng ya Morena, ha ke a etsa bokgopo, ka arohana le Modimo wa ka. Ke fadimehetse kahlolo tsa hae tsohle, ha ke a qhelela taelo tsa hae kathoko. Mahlong a hae ha ke na kodi, ke ipolokile ke se na molato. Morena o mputsitse ho ya ka ho loka ha ka, hobane o a bona hore ke hlwekile. Ho ya tshepahalang, o a tshepahala; ho ya se nang kodi, o hloka kodi. Ho ya hlwekileng, o hlwekile; empa ho molotsana, o masene. Ke wena ya pholosang setjhaba se hlophehileng, empa o kokobetsa baikgohomosi. Morena, ke wena lebone la ka, Modimo wa ka o bonesa lefifi la ka. Ka thuso ya hao nka thula dira tsa ka, ka thuso ya Modimo wa ka nka tlola lerako. Tsela tsa Modimo di phethehile, tshepiso tsa Morena ke tsa nnete; yena ke thebe ya bohle ba tshabelang ho yena. Modimo ke mang, haese Morena? Lefika ke mang, haese Modimo wa rona? Ke yena Modimo ya mmatlafatsang, ya ntsamaisang tseleng e ntle; ya potlakisang maoto a ka jwaloka a dikgama, ya mpeang hodima dihlaba; yena ya nthutang ho lwana, yena ya nthutang ho hula seqha sa lethose. O nnea thebe ya hao e pholosang, letsoho la hao le letona le a ntshehetsa, paballo ya hao e a nkgodisa. O ntlhekela tsela e batsi, maoto a ka ha a thelle. Ke lelekisa dira tsa ka, ke be ke di tshware; ha ke kgutle ke eso di timetse. Ke a di hlathaka, di sitwa ho tsoha, di wela tlasa maoto a ka. O mmatlafaletsa ntwa, ba ntwantshang o ba bea tlasa ka. O etsa hore dira tsa ka di ntshupe ka direthe, ba ntlhoileng ke a ba timetsa. Ba llela thuso, ba hloka mopholosi; ba llela Morena, ha a ba arabe. Ke ba thumisa jwaloka lerole, lerole le fefolwang ke moya, ke ba hatakela jwaloka seretse se tseleng. O nnamolela meferefereng ya setjhaba, o nketsa mmusi wa ditjhaba; ditjhaba di a ntshebeletsa, ditjhaba tseo ke neng ke sa di tsebe. Hang ha di nkutlwa di a mmamela; di ipea tlasa puso ya ka ha di mpona. Ditjhaba di kgathala matla, di tswa di thothomela qhobosheaneng tsa tsona. Modimo o a phela! Ho bokwe Lefika la ka! Modimo, mopholosi wa ka, a ke a thoholetswe! Modimo ya ntshitsang ka diphetetso, ya beang ditjhaba tlasa ka. O nnamolela direng tsa ka, o mphahamisetsa kahodimo, kahodimo ho ba ntwantshang, o nnamolela diatleng tsa ya sehloho. Ka baka leo, ke tla o boka hara ditjhaba, ke roke lebitso la hao Morena, wena ya neang kgosi ya hao, ya e neang tlholo e kgolo, ya bontshang mohau ho motlotsuwa wa hao, ho Davida le ditloholo tsa hae kamehla le mehla. Pesalema ya Davida, e qapetsweng motsamaisi wa dibini. Mahodimo a phatlalatsa tlotla ya Morena, sebaka sa lehodimo se a bolela, se bolela mosebetsi wa diatla tsa hae; letsatsi ka leng le phetela le leng, bosiu ka bong bo tsebisa bo bong, ho se puo, ho se polelo, ho se mantswe a utlwahalang. Empa modumo wa tsona o anetse lefatshe lohle, polelo tsa tsona di finyeletse, di finyeletse pheletsong tsa lefatshe. Mahodimong, Modimo o hlometse letsatsi tente, mme lona le ka monyadi a etswa leqatheng, jwaloka mohale, le thabela ho qeta tsela ya lona. le tjhaba ntlheng e nngwe ya mahodimo, le potoloha ho fella ntlheng e nngwe; ha ho letho le ka balehang mofuthu wa lona. Molao wa Morena o phethehile, ke mmusapelo; temoso tsa Morena di a tshepahala, di hlalefisa sethoto. Melao ya Morena e lokile, e hlatswa pelo; taelo ya Morena e hlakile, e edisa mahlo. Ho tshaba Morena ke ntho e molemo, e ke keng ya fetoha ho isa kgale; dikahlolo tsa Morena ke tsa nnete, kaofela ha tsona di lokile. Di kgahleha ho feta kgauta, ho feta le kgauta e hlwekisitsweng haholo; di monate ho feta mahe a dinotshi, mahe a rothang kgekgeng ya tsona. Di ruta mohlanka wa hao, ya di bolokang o fumana moputso o moholo. Empa ke mang ya ka elellwang diphoso tsa hae? Ako ntokolle ho tseo ke sa di tsebeng. Phemisa mohlanka wa hao, o mo phemise boikgantsho, o se ke wa dumella hore bo mpuse. Kahoo ke tla hloka kodi, ke hloke molato wa sebe se seholo. Ako kgahlwe ke mantswe a tswang molomong wa ka, le ke menahano e ka pelong ya ka, wena Morena, lefika la ka, le molopolli wa ka. Pesalema ya Davida, e qapetsweng motsamaisi wa dibini. Morena a ke a o arabe tsatsing la matshwenyeho, lebitso la Modimo wa Jakobo le o sireletse. A ke a o thuse a le Sehalalelong, a o tshehetse a le Sione. A ke a hopole dinyehelo tsohle tsa hao, a thabele ditjheso tsa hao. A ke a o fe se ratwang ke pelo ya hao, a phethahatse merero yohle ya hao. Re ke re etsetse tlholo ya hao ditlatse, re phahamise mekgele ka lebitso la Modimo, bitso la Modimo wa rona. Morena a ke a phethahatse dikopo tsohle tsa hao. Jwale ke a tseba hore Morena o nea tlholo, o e nea Motlotsuwa wa hae, o mo arabela a le sehalalelong, a le sehalalelong sa hae sa lehodimo. O mo arabela ka ketso tse pholosang, ketso tsa letsoho la hae le letona. Ba bang ba tshepile kariki tsa ntwa, ba bang ba tshepile dipere, empa rona re tshepile lebitso la Morena, lebitso la Morena Modimo wa rona. Bona ba tla kgothometseha, ba we, empa rona re tla ema re tiile. Morena, ako nee kgosi tlholo; re arabele ha re ipiletsa ho wena. Pesalema ya Davida, e qapetsweng motsamaisi wa dibini. Kgosi e thabela matla a hao Morena, e nyakallela thuso ya hao hakaakang! O e neile se ratwang ke pelo ya yona, ha o a ka wa e hanela kopo e tswang molomong wa yona. O kgahlanyeditse kgosi ka mahlohonolo, wa e rwesa mofapahlooho wa kgauta e hlwekisitsweng. E kopile bophelo ho wena, mme o e file bona, wa e ekeletsa ditshiu, kamehla le mehla. Tlotla ya yona e kgolo ka thuso ya hao, o e apesitse kganya le hlompho. O e neile mahlohonolo ho isa kgale, wa e thabisa haholo ka boteng ba hao. Kgosi e tshepile Morena, ka baka la mohau wa Ya Hodimodimo, e ke ke ya sisinngwa. Letsoho la hao, kgosi, le tla fihlela dira tsohle tsa hao, letsoho la hao le letona le tla fihlela bohle, bohle ba o hloileng; hang ha o hlaha, o tla ba fedisa; o ba fedise eka ba ka seboping sa mollo. Morena o tla ba metsa ha a halefile, mollo o ba tjhese. O tla hlakola bana ba bona lefatsheng, le ditloholo tsa bona hara bana ba batho. Ha ba rera ho o etsetsa bobe, ha ba loha mano, ba ke ke ba atleha; o tla etsa hore ba o supe ka direthe, o hule seqha sa hao ho ba fula. Thusa, Morena, ka matla a hao! Re tla bina, re roke bonatla ba hao. Pesalema ya Davida. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka modumo wa “Kgama ya meso”. Modimo wa ka, Modimo wa ka, o ntahletseng? O hole le ho mpholosa, ha o utlwe ho dumaela ha ka. Modimo wa ka, ke ipiletsa le motsheare, empa ha o nkarabe; ke howa le bosiu, ha ke kgutse. Athe wena o a halelela, wena eo Iseraele a o binelang dithoko. Bo-ntata rona ba nnile ba o tshepa; ba o tshepa, mme wa ba namolela. Ba nnile ba o llela, mme ba phonyoha; ba o tshepa, mme ha ba a ka ba hlajwa ke dihlong. Empa nna ke seboko, ha ke motho; ke sekgobo ho bohle, ke nyediswa ke setjhaba. Bohle ba mponang ba a ntshoma, ba nnyekoletsa melomo, ba ntshisinyetsa dihlooho, ba re: “O tshepile Morena! A ke a mo lopolle, a mo pholose haeba a mo rata!” Athe ke wena ya nntshitseng popelong ya mme, wa etsa hore mme a ntshike sefubeng sa hae; ke abetswe wena ho tloha tswalong ya ka, o bile Modimo wa ka ke sa le popelong ya mme. Se be hole le nna, hobane matshwenyeho a haufi, mme ha ho ya ka nthusang. Dipohwana tse ngata di ntikile, dipoho tsa ditonana tsa Bashane di mpokanetse; dira di mpetletse meno, jwaloka tau tse purumang, tse harolang. Ke jwaloka metsi a tsholohang, masapo a ka a tswenehile; pelo ya ka e jwaloka tshotso, e qhibidiha ka sefubeng sa ka; mmetso wa ka o omeletse jwaloka lengetana, leleme la ka le kgomaretse mahalapeng a ka. O nthobaditse leroleng la lefu. Dintja tse ngata di ntikile, sehlopha sa dinokwane se ntikanetse, tsena di ntlepotse maoto le matsoho. Nka bala masapo a ka kaofela. Batho ba ntjhebile, ba mmakaletse; ba arolelana diaparo tsa ka, ba laola aparo sa ka ka lotho. Empa wena Morena, o se be hole le nna; wena, matla a ka, potlakela ho nthusa. Pholosa bophelo ba ka saboleng; ke bona feela, bo pholose marong a ntja. Mpholose ditleneng tsa tau; nna ya fokolang mpholose nakeng tsa dinare. Ke tla tumisa lebitso la hao hara bana beso, ke o rorise hara phutheho, ke re: “Lona ba hlomphang Morena, mo roriseng; lona ditloholo tsohle tsa Jakobo, mo tlotliseng; lona ditloholo tsohle tsa Israele, mo tshabeng. “Ha a a ka a nyedisa ya hlophehileng, leha e le ho se tsotelle bohlophehi ba hae; ha a a ka a mo patela fahleho sa hae, empa o ile a utlwa ha a mo llela.” Ke tla o rorisa phuthehong e kgolo, kapele ho ba o hlomphang, ke phethe dikano tsa ka. Ba eisehang ba tla ja, ba kgore, ba batlang Morena ba tla mo rorisa; pelo tsa bona di ke di thabe kamehla. Lefatshe ka bophara ba lona le hopole Morena, le ke le kgutlele ho yena; merabe yohle ya lefatshe e itihele, e ke e itihele maotong a hae; hobane puso ke ya Morena, mme o rena hodima ditjhaba. Bohle ba nang le matla lefatsheng ba tla itihela maotong a hae; bohle ba fellang leroleng ba tla mo kgumamela. Nna ke tla phelela yena; ditloholo tsa ka di tla mo sebeletsa. Meloko e tlang e tla tsebiswa Morena, setjhaba se esong ho tswalwe se tla senolelwa ho loka ha hae: Ona ke mosebetsi wa Morena. Pesalema ya Davida. Morena ke modisa wa ka, ha ke hloke letho. o nkatla makgulong a matala, o nkisa pela metsi moo ke tla phomola teng. Ke mmusapelo: O ntsamaisa tseleng tsa ho loka, ka baka la lebitso la hae. Leha nka tsamaya kgohlong e lefifi, nke ke ka tshaba bobe, hobane o na le nna, lere la hao le molamu wa hao di a nkgothatsa. O ntokisetsa dijo mahlong a dira tsa ka; o nkamohela ka ho ntlotsa hlooho ka ole, le ka ho tlatsa mohope wa ka haholo. Ruri lehlohonolo le mohau di tla ba le nna, ka matsatsi wohle a bophelo ba ka; mme ke tla phela ka tlung ya Morena, ke phele kateng kamehla yohle. Pesalema ya Davida. Lefatshe ke la Morena le tsohle tse ho lona, lefatshe le bohle ba ahileng ho lona. Ke yena ya le theileng hodima mawatle, a le tiisa hodima madiba. Ke mang ya ka nyolohelang thabeng ya Morena? Ke mang ya ka emang Sehalalelong sa hae? Ke ya matsoho a hlokang molato, ya pelo e hlwekileng, ya sa lakatseng mafeela, ya sa hlapanyetseng leshano. O tla fumana lehlohonolo ho Morena, le ho loka ho Modimo, mopholosi wa hae. O jwalo moloko wa ba batlang Modimo, ba ratang ho bona fahleho sa hao, wena Modimo wa Jakobo. Lona menyako, bulehang! Ipuleng, lona menyako ya boholoholo, ho tle ho kene Kgosi e tlotlehang. Kgosi eo e tlotlehang ke mang? Ke Morena ya matla, wa mohale, Morena eo e leng mohale ntweng. Lona menyako, bulehang! Ipuleng, lona menyako ya boholoholo, ho tle ho kene Kgosi e tlotlehang. Kgosi eo e tlotlehang ke mang? Ke Morena wa mabotho, ke yena Kgosi e tlotlehang. Pesalema ya Davida. Morena ke o rapela ka moya wa ka wohle, ke rapela wena Modimo wa ka. Ke o tshepile, ke se ke ka hlajwa ke dihlong; dira tsa ka di se ke tsa ntsheha. Bohle ba o tshepang ha ba hlajwe ke dihlong, dihlong di hlaba ba sa tshepahaleng. Morena, mpontshe ditsela tsa hao, o nthute mehlala ya hao. Ntsamaise nneteng ya hao, o nthute yona, hobane wena o Modimo ya mpholosang; ke o lebeletse ka matsatsi wohle, ka baka la molemo wa hao Morena. Morena, hopola lerato le mohau wa hao, hobane esale o le teng ho tloha kgale. Nteballe dibe le ditlolo tsa botjha ba ka, nkgopole ka mohau wa hao. Morena o molemo, o lokile; kahoo o busetsa baetsadibe tseleng. Ba eisehang o ba tsamaisa ho lokeng, o ruta ba eisehang tsela ya hae. Ditsela tsohle tsa Morena ke tsa mohau le botshepehi, ho ba bolokang selekane sa hae, le ho ba bolokang ditemoso tsa hae. Ka baka la lebitso la hao Morena, ntshwarele molato wa ka, hobane o moholo. Haeba ho teng ya tshabang Morena, Morena o tla mmontsha tsela, tsela eo a tshwanetseng ho e kgetha. Eo o tla phela ka boiketlo, lefatshe e tla ba lefa la ditloholo tsa hae. Morena ke motswalle wa ba mo tshabang, o ba tsebisa selekane sa hae. Mahlo a ka a tadimile Morena kamehla, hobane ke yena ya tshwasollang maoto a ka lerabeng. Retelehela ho nna, o nkgauhele, hobane ke nnotshi, mme ke hlophehile. Fedisa matshwenyeho a pelo ya ka, o nntshe makaqabetsing a ka. Tadima ho hlopheha ha ka le tsietsi ya ka, mme o ntshwarele dibe tsa ka tsohle. Bona kamoo dira tsa ka di leng ngata kateng, le kamoo di ntlhoileng hampe kateng. Ako baballe bophelo ba ka, o nnamolele, ke se ke ka hlajwa ke dihlong, kaha ke tshabela ho wena. Ako ntshireletse hobane ke hloka kodi, ke lokile; hobane ke o lebeletse, Morena. Modimo, ako lopolle Iseraele, o mo lopolle matshwenyehong a hae wohle. Pesalema ya Davida. Nkahlolele Morena; metsamao ya ka ha e na kodi, ke a o tshepa, ha ke thekesele. Ntlhahlobe, Morena, o nonye maikutlo a ka, hlahlobisisa moya wa ka le pelo ya ka. Ke hopola mohau wa hao kamehla, ke phela ho ya ka nnete ya hao. Ha ke ahisane le batho ba leshano, ha ke kopane le baikaketsi. Ke hloile mokgatlo wa ba etsang bobe, nke ke ka ahisana le ba kgopo. Ke hlapa matsoho ho bontsha hore ha ke na molato, ke potapota aletare ya hao Morena, ke ntse ke bina sefela sa teboho, mme ke bolela dimakatso tsa hao. Morena, ke rata ntlo eo o ahileng ho yona, e leng sebaka seo tlotla ya hao e dulang ho sona. O se ke wa ntimetsa mmoho le baetsadibe, wa fedisa bophelo ba ka mmoho le ba bona, bona ba ratang ho tsholla madi, bao matsoho a bona a etsang tsa bolotsana, bao diatla tsa bona di amohelang tjotjo. Ha e le nna, metsamao ya ka ha e na kodi; ako ntopolle, o nkgauhele. Maoto a ka a eme motsitseng; Morena, ke tla o boka diphuthehong. Pesalema ya Davida. Morena ke lesedi la ka le pholoho ya ka; nka tshaba mang? Morena ke setshabelo sa bophelo ba ka; nka tshoha mang? Ha ba etsang bobe ba ntwantsha ho mpolaya, dira tseo tsa ka le bao ba ntlhoileng ba a kgothometseha, ba we. Leha nka dikanelwa ke mara, nke ke ka tshoha letho; esita leha nka futuhelwa, le teng ke tla nne ke be le tshepo. Ntho e le nngwe feela eo ke e kopang, eo ke e batlang ho Morena, ke hore ke phele ka tlung ya Morena ka matsatsi wohle a bophelo ba ka, ke tle ke bohe bokgabane ba Morena, ke bo nahanisise ke le ka Tempeleng ya hae. Nakong ya tsietsi o tla ntshireletsa, a ntshireletse motlotlwaneng wa hae, a mpate motsheo ho tente ya hae, a ntlhwesetse hodima lefika la pholoho. Jwale ke tla phahamela dira tsa ka tse ntikileng, ke tla etsa mohoo wa thabo ha ke nyehela, ha ke nyehela ka mahlabelo ka tenteng ya hae, ke bine, ke roke Morena. Ako nkutlwe, Morena, ha ke ipiletsa ho wena; o nkgauhele, o nkarabe. Pelo ya ka e lohotha wena, e re: “Batla fahleho sa hae.” Ruri ke batla fahleho sa hao, wena Morena. O se mpatele fahleho sa hao; o se halefele mohlanka wa hao, wa mo leleka. Ke wena mothusi wa ka, o se ke wa ntebela; o se ke wa ntahla Modimo, mopholosi wa ka. Leha ntate le mme ba ka ntahla, Morena o tla nthola. Mpontshe tsela ya hao Morena, o ntsamaise mmileng o bataletseng, ka baka la ba ntaletseng. Se tlohele dira tsa ka ho etsa borata ka nna, hobane paki tsa bohata di eme lepaketla di a nqosa, di bile di a ntshokela. Ruri Morena o tla ntswela molemo, a ntswele molemo lefatsheng la ba phelang. Lebella Morena, o be sebete; tiya pelo, o lebelle Morena. Pesalema ya Davida. Ke ipiletsa ho wena Morena; Lefika la ka, ntshekehele tsebe, esere ha o sa mmamele, ka ba jwaloka ba theohelang, ba theohelang lebitleng. Ako utlwe thapedi ya ka, ha ke o llela, ke phahamiseditse matsoho a ka Sehalalelong se halalelang ka ho fetisisa. Se nkahlole le ba kgopo, ba etsang tse sa lokang, ba buisanang le batho ka kgotso, empa pelo tsa bona di tletse bobe. Ba putse ho ya ka mesebetsi ya bona, ho ya ka bobe ba diketso tsa bona; ba putse ho ya ka mesebetsi, mesebetsi ya matsoho a bona, o ba nee tse ba lokelang. Kaha ba sa natse diketso tsa Morena, le ho tsotella mesebetsi, Mesebetsi ya matsoho a hae, o tla ba tamolla, a ba timetse. Ho bokwe Morena, hobane o utlwile thapedi ya ka. Morena ke matla a ka le thebe ya ka; pelo ya ka e mo tshepile, mme o nthusitse; pelo ya ka e nyakaletse, ke mmoka ka dipina. Morena ke matla a setjhaba sa hae, ke setshabelo se pholosang, setshabelo sa Motlotsuwa wa hae. Pholosa setjhaba sa hao, o hlohonolofatse lefa la hao; o se fepe, o se pepe kamehla le mehla. Pesalema ya Davida. Thoholetsang Morena, lona bara ba Modimo; thoholetsang tlotla le matla a Morena. Thoholetsang tlotla e lokelang lebitso la Morena; kgumamelang Morena le kgabile, le kgabile ka tse halalelang. Lentswe la Morena le utlwahala hodima metsi, Modimo ya tlotlehang o a thwathwaretsa, Morena o hodima metsi a mawatle. Lentswe la Morena le matla, lentswe la Morena le a tshabeha. Lentswe la Morena le roba difate tsa dikedare, Morena o roba dikedare, kedare tsa Lebanone. Lebanone o e thadisa jwaloka namane, le Sirione jwaloka pohwana ya nare. Lentswe la Morena le tlola malakabe; lentswe la Morena le tetemisa lehwatata, Morena o tetemisa lehwatata la Kadeshe. Lentswe la Morena le ekethehisa difate, le fohle meru, mme ka tempeleng ya hae bohle ba re: “O a tlotleha!” Morena o ne a rena hodima morallo wa metsi, Morena ke kgosi e renang kamehla le mehla. Morena a ke a matlafatse setjhaba sa hae, Morena a ke a se hlohonolofatse ka kgotso. Pesalema ya Davida. Sefela sa ho kgakola tempele. Ke a o tumisa, Morena, hobane o mpholositse; ha o a ka wa tlohela dira tsa ka ho ithabisa ka nna. Morena Modimo wa ka, ka ipiletsa, ka ipiletsa ho wena, mme wa mphodisa. Morena, o nnyolotse Nqalong ya Bafu, wa nkgutlisa ho ba neng ba theohela lebitleng. Rokang Morena, lona batshepuwa bohle ba hae, le boke lebitso la hae le halalelang. Kgalefo ya hae ke ya motsotswana feela, lerato la hae ke la bophelo bohle ba motho. Leha nka robala ka meokgo, ha bo esa e se e le nyakallo. Ha ke ne ke sa iketlile, ka na ka re: “Nke ke ka sisinngwa le ka mohla!” Morena, ka mohau wa hao o ntshireleditse qhobosheaneng; yare ha o mpatela fahleho sa hao, ka tshoha haholo. Ka ipiletsa ho wena Morena, ka etsa thapedi ho Morena, ka re: “O ka ruang ka madi a ka, le ka ho theohela ha ka lebitleng? Na bafu ba ka o boka, kapa ba bolela botshepehi ba hao? Ako nkutlwe, Morena, mme o nkgauhele; Morena, ako be mothusi wa ka!” Bofifi ba ka o bo fetotse mohobelo; o ntlhobodisitse thapo, wa nkapesa seaparo sa thabo, e le hore moya wa ka o tle o o roke o sa kgaotse; Morena Modimo wa ka, ke tla o boka kamehla le mehla. Pesalema ya Davida, e qapetsweng motsamaisi wa dibini. Ke tshabela ho wena Morena; ke se ke ka hlajwa ke dihlong le ka mohla. Ako nnamolele ka baka la ho loka ha hao. Ntshekehele tsebe, o potlakele ho ntopolla. O be lefika leo ke tshabelang ho lona, qhobosheane e mpholosang. Wena o lefika la ka le qhobosheane ya ka; ntsamaise, o ntataise ka baka la lebitso la hao. Mphemise leraba leo ke le tjhehetsweng, hobane ke wena setshabelo sa ka. Ke bea moya wa ka matsohong a hao; o ntopolotse Morena, Modimo ya tshepahalang. O hloile ba sebeletsang medimo ya bohata, athe nna ke tshepile Morena. Ke tla nyakalla, ke thabele mohau wa hao, hobane o bone ho hlopheha ha ka, wa lemoha matshwenyeho a ka; ha o a ka wa nneella dira tsa ka, empa o ntsamaisa ka bolokolohi. Nkgauhele Morena, hobane ke matshwenyehong; mahlo a ka a motela ke maswabi, esita le moya wa ka, le mmele wa ka. Bophelo ba ka bo fedile, bo fedile ke mahlomola, dilemo tsa ka di ile ke ho fehelwa; matla a ka a fediswa ke ho hlopheha, le masapo a ka a kgathetse. Nna ke sekgobo ho dira tsa ka tsohle, haholoholo ho bao ke ahisaneng le bona, ke koko ho metswalle ya ka, ba mponang ditseleng ba a mpaleha. Ha ke sa hopolwa; jwalokaha eka ke mofu, ke tshwana le ntho e lahlilweng. Ke utlwa ditshebo tsa ba bangata, ke tshoswa ka nqa tsohle; batho ba nkunuta ba le mmoho, ba rera ho fedisa bophelo ba ka. Empa nna ke tshepile wena Morena, ke re: “O Modimo wa ka!” Ditshiu tsa ka di matsohong a hao; nnamolele diatleng tsa dira tsa ka, o nnamolele le ho bahlorisi ba ka. Ako bontshe mohlanka wa hao, o mmontshe sefahleho, sefahleho se kganyang kgotso, o mpholose ka mohau wa hao. Morena, ha ke ipiletsa ho wena ke se ke ka hlajwa ke dihlong, empa dihlong di ke di hlabe ba kgopo, ba kgutsiswe ka ho theolelwa Nqalong ya Bafu. Ba buang leshano ba fetohe dimumu, baikakasi bana ba buang hampe ka ya lokileng, ba ikgohomosetsang yena, ba mo nyedise. Morena, molemo wa hao o mokaakang! O o boloketse ba o tshabang; pontsheng ya bana ba batho o o etsetsa ba tshabelang ho wena. O ba pata ho wena ka sebele, hole le merero e mebe ya batho; o ba sireletsa motlotlwaneng wa hao, hole le maleme a jalang diqabang. Ho bokwe Morena ya mpontshitseng mohau, ya mpontshitseng mohau o hlollang, ha ke ne ke dikilwe, ke futuhetswe. Matswalong a ka, ka re: “O ntahletse hole le sefahleho sa hao.” Empa wa utlwa thapedi ya ka, ha ke ne ke o llela. Ratang Morena, lona batshepuwa bohle ba hae; Morena o baballa ba tshepahalang; baikgohomosi bona o ba nea se ba lokelang. Ebang sebete, le tiye dipelo, lona bohle ba tshepileng Morena. Pesalema ya Davida. Thothokiso e nang le thuto. Ho lehlohonolo ya tshwaretsweng tlolo ya hae, eo sebe sa hae se hlakotsweng. Ho lehlohonolo motho eo Morena a sa mmalleng molato, eo moya wa hae o se nang thetso. Ha ke ne ke sa kgutsitse, ke ne ke opelwa ke masapo ke ho dumaela letsatsi lohle. Motsheare le bosiu letsoho la hao le ne le nkimela, moko wa ka o ne o omella jwalokaha eka o tjheswa ke lebatama, lebatama la lehlabula. Ka ba ka ipolela sebe sa ka ho wena, ka se ke ka pata molato wa ka; ka re: “Ke tla ipolela ditlolo tsa ka ho Morena;” wena wa ntshwarela molato wa sebe sa ka. Ka baka leo, bohle ba tshepahalang ba tla o rapela ka nako ya tsietsi. Leha merallo ya metsi e ka aparela hohle, e ke ke ya fihla ho bona. O setshabelo sa ka, o tla mphemisa matshwenyeho; o nteela hare, o a ntopolla. Ke tla o ruta, ke o bontshe tsela; ke tla o eletsa, ke o bee leihlo. O se ke wa tshwana le pere kapa mmeile, tsona di hlokang kelello, di thapiswang ka tomo le marapo; ho seng jwalo o ke ke wa di laola. Mahlomola a ya kgopo a mangata, athe ya tshepileng Morena o teetswe hare ke mohau wa hae. Thabelang Morena, le nyakalle, le nyakalle lona ba lokileng; le etse ditlatse, lona ba pelo di ntle. Etsetsang Morena ditlatse, lona ba lokileng, ho mo rorisa ho tshwanela ba pelo di ntle. Bokang Morena ka harepa, mo rokeng ka seletsa se kgwele di leshome. Mmineleng sefela se setjha, letsang ka bokgabane, le etse mehoo ya thabo. Efela lentswe la Morena le lokile, mesebetsi yohle ya hae ke ya nnete. O rata ho loka le toka; lefatshe lohle le tletse mohau wa Morena. Mahodimo a entswe ka lentswe la Morena, le mabotho wohle a wona ka polelo ya molomo wa hae. Morena a bokella metsi a lewatle jwalokaha eka o a tshetse lekukeng, a boloka madiba madumeleng a hae. Lefatshe lohle le ke le tshabe Morena, baahi bohle ba lona ba mo hlomphe. O ne a bue, mme tsa eba teng; a laela, mme tsa hlaha. Morena o nyopisa merero ya ditjhaba, o folodisa mehopolo ya merabe. Merero ya Morena e tiile kamehla, mehopolo ya pelo ya hae ke ya kamehla. Ho lehlohonolo setjhaba seo Morena e leng Modimo wa sona, morabe oo a ikgethetseng wona, a ikgethela wona ho ba leruo la hae. Morena o tadima a le mahodimong, a bone bana bohle ba batho; a le leahong la hae o sheba baahi bohle ba lefatshe. Ke yena ya bopileng pelo tsa bona, ya tsebang mesebetsi yohle ya bona. Kgosi ha e ke a fenye, ha e ke e fenye ka baka la dimphihadi tsa yona, mohale ha a ke a hlole, ha a ke a hlole ka baka la bonatlahadi ba hae. Ke lefeela ho tshepa ho pholoswa ke pere ya ntwa, e ke ke ya pholosa motho ka matlahadi a yona. Morena o beile leihlo la hae ho ba mo tshabang, bona ba tshepileng mohau wa hae, e le hore a tle a ba lopolle lefung, le ho ba phedisa nakong ya tlala. Meya ya rona e lebeletse Morena, e leng yena thuso le thebe ya rona. Pelo tsa rona di a mo thabela, re tshepile lebitso la hae le halalelang. Morena, mohau wa hao o ke o be le rona, hobane re tshepile wena. Pesalema ya Davida; mohla a itlhantshang kapele ho Abimeleke; eo a mo tebela, yaba Davida o a itsamaela. Ke tla boka Morena ka nako tsohle, ke nne ke mo rorise kamehla. Ke ithorisa ka Morena, ba eisehang ba ke ba utlwe, mme ba thabe. A re tlotliseng Morena re le mmoho, a re phafeng lebitso la hae, re le phafe hammoho. Ke ile ka batla Morena, mme a nkaraba, a ntopolla matswalong wohle a ka. Ba tadimang ho yena ba kganya kgotso, mahlong a bona dihlong ha di yo. Motho wa batho ha a ipiletsa ho Morena, Morena o a mo utlwa, o mo pholosa matshwenyehong wohle a hae. Lengeloi la Morena le sireletsa kamahohle ba mo tshabang, mme le a ba namolela. Latswang, le utlwe molemo wa Morena! Ho lehlohonolo motho ya tshabelang ho yena. Tshabang Morena, lona bahalaledi ba hae, hobane ba mo tshabang ha ba hloke letho. Leha barui ba ka futsaneha, ba lapa, ba batlang Morena ba ke ke ba hloka, ba ke ke ba hloka letho le molemo. Tloong, bana ba ka, le mmamele, ke tla le ruta ho tshaba Morena. Ke mang wa lona ya lakatsang ho phela, ya ratang ho bona matsatsi a thabo? Tshwara leleme la hao le se bue tse mpe, le molomo wa hao o se bue leshano. Furalla bobe, o etse botle; batla kgotso, o e pheelle. Morena o beile leihlo la hae ho ba lokileng, o sekehetse sello sa bona tsebe. Sefahleho sa Morena se sosobane, se sosobanetse ba etsang bobe, hore a ba hlakole lefatsheng, ba se hlole ba hopolwa. Ha ba lokileng ba lla, Morena o a ba utlwa; o ba lopolla matshwenyehong wohle a bona. Morena o haufi le ba feletsweng ke tshepo, o pholosa ba meya e tetebetseng. Mahlomola a ya lokileng a mangata, empa Morena o mo lopolla ho wona wohle. O baballa masapo wohle a hae, ha ho le le leng la wona le tla robeha. Bobe bo tla timetsa ya kgopo, ba hloileng ya lokileng ba tla ahlolwa. Morena o lopolla bophelo ba bahlanka ba hae; ho ba tshabelang ho yena, ha ho le ya mong ya tla ahlolwa. Pesalema ya Davida. Morena, ako lwantshe ba ntwantshang, o futuhele ba mphutuhelang. Tshwara thebe le thejana, o eme, o nthusetse. Nka lerumo le kwakwa, o thibe ba ntlhorisang. Ere ho nna: “Ke nna pholoho ya hao.” Bao ba batlang bophelo ba ka, ba ke ba hlajwe ke dihlong, ba tlontlolohe; bao ba ntherelang bobe, ba ke ba tjhetjhe, ba ferekane. Ba ke ba tshwane le mmoko, mmoko o fefolwang ke moya, ha lengeloi la Morena le ba kgarametsa. Tsela ya bona e ke e fifale, e thelle, ha lengeloi la Morena le ba lelekisa. Ba ntjhehile ka leraba ntle ho lebaka, ba ntjheketse lemena ntle ho lebaka. Tlokotsi e ke e ba wele hodimo, e ba wele ka tsometso; ba ke ba tshwaswe ke leraba leo ba le tjhehileng, ba wele lemeneng leo ba le tjhekileng. Jwale nna ke tla thabela Morena, ke nyakallele ho pholoswa ke yena. Masapo a ka wohle a tla re: “Morena, ke mang ya kang wena, wena molopolli wa mohlophehi ho ya mo fetang ka matla, le wa mohlophehi le mofutsana, ho ya mo tlatlapang?” Dipaki tse kgopo di eme lepaketla, di mpotsa taba tseo ke sa di tsebeng. Batho ba mputsa ka bobe bakeng sa botle, moya wa ka o qetwa ke bodutu. Empa ha ba ne ba kula, nna ke ile ka apara tse mahwashe, ka itlhokofatsa ka ho itima dijo, ka ba rapella ke sa kgaotse, jwalokaha eka ke rapella motswalle, kapa ke rapella ngwaneso. Ka tsamaya ke iname, ke hlomohile, jwaloka ya llelang mmae. Ha ke ewa, ba a thaba, ba a mpokanela; ba mpokanele ka mokgwa wa tsometso, ba nkotle ba sa kgaotse. Baphoqi ha ba phetse ho ntshoma, ba ntsikitlanyetsa meno. Morena, o tla shebella hoo ho fihlela neng? Pholosa bophelo ba ka bataneng tse purumang; ke bona feela, bo pholose taung tsena. Ke tla o boka phuthehong e kgolo, e o rorise hara letshwelehadi. Ba itshemmeng bora ho nna ba se ithabise ka nna, ba ntlhoileng ntle ho lebaka ba se nnyemotse; hobane ha ba bue tsa kgotso, empa batho ba kgotso, ba fatshe lena, ba ba lohela mano. Ba nkahlamiseditse melomo, ba re: “Aha! Aha! Re o bone!” Ke wena Morena, ya boneng; se kgutse! Morena, o se ke wa ba hole le nna. Phaphama, tsoha, o nkahlolele, lokisa nyewe ya ka, Modimo wa ka, Morena wa ka. Nkahlolele ho ya ka toka ya hao, Morena Modimo wa ka, batho bao ba tle ba se ke ba ithabisa ka nna. Ka dipelong tsa bona ba se re: “Aha! Re mo fumane!” Hape ba se re: “Re mo metsitse!” Bao ba thabelang bobe ho nna ba ke ba hlajwe ke dihlong, ba ferekane mmoho; bao ba iphahamisetsang nna ba ke ba aparelwe ke dihlong, ba tlontlolohe. Ba kgahlwang ke ho loka ha ka ba ke ba thabe, ba etse ditlatse; kamehla ba re: “Morena o moholo, yena ya kgahlwang ke kgotso, kgotso ya mohlanka wa hae!” Leleme la ka le tla bolela ho loka ha hao, le o rorise ka matsatsi wohle. Pesalema ya Davida, mohlanka wa Morena, e qapetsweng motsamaisi wa dibini. Ya kgopo o laolwa ke sebe, sebe se botebong ba pelo ya hae; ho tshaba Modimo ha ho yo ho yena. Mehopolong ya hae o a ithetsa hoo a sa boneng sebe sa hae, hoo a sa se hloyeng. Mantswe a tswang molomong wa hae, ke mantswe a mabe, a thetsang; o tlohetse bohlale leha e le botle. O rera bokgopo a ntse a le phateng tsa hae, o tsamaya tseleng e sa lokang, ha a kgese bobe. Morena, mohau wa hao o fihla mahodimong, botshepehi ba hao bo fihla marung, ho loka ha hao ho jwaloka thaba tse telele, dikahlolo tsa hao di jwaloka bodiba, bodiba bo tebileng: Morena, o pholosa motho le yona phoofolo. Modimo, mohau wa hao ke wa bohlokwa hakaakang! Bana ba batho ba tshabela moriting, moriting wa mapheo a hao. Ba kgora manoni a ntlo ya hao; o ba nwesa nokaneng ya menate ya hao. Sediba sa bophelo se ho wena, mme ka sedi la hao re bona lesedi. O nne o be mohau ho ba o tsebang, o nne o sitse ba pelo di ntle ka ho loka ha hao. Moikgohomosi a se bee leoto pela ka, letsoho la ya kgopo le se nteleke. Ba etsang bokgopo ke bao, ba wele! Ba dihetswe fatshe, ba ke ke ba hlola ba tsoha. Pesalema ya Davida. O se ke wa itlhonamisa ka ba etsang bokgopo, o se ke wa honohela ba etsang tse sa lokang. Ba tla omella kapele jwaloka jwang, ba tla pona jwaloka ditlama, ditlama tse talana. Tshepa Morena, o etse botle, o tle o iphelele lefatsheng ka kgotso. Thabela Morena, mme o tla o nea tse lakatswang ke pelo ya hao. Ipee matsohong a Morena; o mo tshepe, ho tla sebetsa yena. O tla etsa hore ho loka ha hao ho kganye, ho kganye jwaloka lesedi, le ditokelo tsa hao di kganye jwaloka letsatsi, motsheare o moholo. Kgoba matshwafo, o lebelle Morena; o se ke wa itlhonamisa ka eo tsohle di mo atlang, e leng ya phethang merero e kgopo. Kgaotsa ho halefa, o tlohele bohale; o se ke wa itlhonamisa, esere wa etsa bobe. Ba etsang bokgopo ba tla fediswa; empa ba tshepang Morena lefatshe e tla ba lefa la bona. Ho se ho se hokae: Ya kgopo o tla be a nyametse; leha o tadima tulong tsa hae, o tla be a le siyo. Ba ikokobetsang, lefatshe e tla ba lefa la bona, ba thabele kgotso e phethehileng. Ya kgopo o rera ya lokileng, o mo tsikitlanyetsa meno; empa Morena o tsheha ya kgopo, hobane o bona hore tsatsi la hae le a tla. Ba kgopo ba tsomula sabole tsa bona, ba hula diqha tsa bona, ho fula bahlophehi le mafutsana, ho bolaya ba metsamao e metle. Sabole tsa bona di tla ba hlaba dipelo, diqha tsa bona di tla robeha. Sejosenyane sa ya lokileng se molemo ho ena le kgora ya ya kgopo; hobane matla a ya kgopo a tla fediswa, athe Morena o tshehetsa ya lokileng. Morena o tseba ditshiu tsa ba hlokang kodi, lefa la bona e tla ba le sa feleng. Ba ke ke ba hlajwa ke dihlong nakong tse mpe, matsatsing a tlala ba tla kgora. Empa ba kgopo ba tla timela; bao e leng dira tsa Morena ba tla fela jwaloka botle ba makgulo, ba nyamele jwaloka mosi. Ya kgopo o a adima, empa ha a busetse; ya lokileng o na le mohau, o a fana. Bao Morena a ba hlohonolofaditseng lefatshe e tla ba lefa la bona; bao a ba rohakileng ba tla fediswa. Morena ke yena ya tiisang mehato ya batho, mme o kgahlwa ke metsamao ya bona. Leha ba ka wa, ha ba tjapallele ruri, hobane Morena o ba nenesa ka letsoho. Nkile ka ba motjha, kajeno ke tsofetse, empa ha ke eso bone ya lokileng a lahlilwe, le ditloholo tsa hae di kopa bohobe. Kamehla ya lokileng o mohau, o a adimana, mme ditloholo tsa hae ke tlhohonolofatso. Furalla bobe, o etse botle, o tle o be le leaho kamehla. Morena o rata ho loka, mme a ke ke a furalla batshepuwa ba hae. Ba kgopo ba tla timella ruri, ditloholo tsa bona di tla fediswa. Ba lokileng lefatshe e tla ba lefa la bona, ba phele ho lona kamehla le mehla. Molomo wa ya lokileng o bolela tsa bohlale, leleme la hae le bua tsa ho loka. Molao wa Modimo wa hae o ka pelong ya hae, maoto a hae ha a thelle. Ya kgopo o laletse ya lokileng, o batla ho mmolaya. Morena a ke ke a mo tlohella matsohong a eo, Morena a ke ke a dumela hore a ahlolwe, a fumanwe a le molato, ha a qoswa. Tshepa Morena, o tiye tseleng ya hae; o tla o phahamisa, lefatshe e tle e be lefa la hao, mme o bone ba kgopo ha ba fediswa. Ke bone motho ya kgopo, motho wa mohatelli, a atleha sa fate sa leholela; ka boela ka feta, ka bona a se a le siyo; ka mmatla, a se ke a hlola a fumanwa. Hlokomela ya phethehileng, o tadime ya lokileng: Motho wa kgotso o tla ba le ditloholo; empa baetsadibe ba tla timetswa ho hang, le ditloholo tsa ba kgopo di tla fediswa. Pholoho ya ba lokileng e tswa ho Morena, ke yena setshabelo sa bona nakong ya tlokotsi. Morena o a ba thusa, o a ba lopolla; o tla nne a ba lopolle ho ba kgopo, a ba pholose, hobane ba tshabetse ho yena. Pesalema ya Davida, ya kgopotso. Oho, Morena, o se ke wa nkotla o nkgalefetse, o se ke wa nkgalemela o le bohale. Metsu ya hao e ntlhabile, letsoho la hao le nkotlile habohloko. Ha ho moo ho seng bohloko mmeleng wa ka, ka baka la kgalefo ya hao; ha ho bophelo masapong a ka, ka baka la sebe sa ka. Melato ya ka e mpupeditse hlooho, e nkimela jwaloka mojaro o boima. Maqeba a ka a a nkga, a phephetha boladu, ka baka la bothoto ba ka. Ke kotlobane, ke a kgokgoba, ke tsamaya tsatsi lohle ke hlomohile. Letheka la ka le a futha, ha ho moo ho seng bohloko mmeleng wa ka. Ke a fokola, ke robehile ditho, ke dumaela ka baka la ho hlora ha pelo ya ka. Morena, o tseba tsohle tseo ke di lakatsang, ho fehelwa ha ka ha ho a pateha ho wena. Pelo ya ka e otla habohloko, ke feletswe ke matla; mahlo a ka a fifetse. Metswalle le balekane ba ka ba emeletse thoko le bohloko ba ka, baheso ba emeletse hole le nna. Ba batlang bophelo ba ka, ba ntjhehile ka maraba, ba ntakaletsang bomadimabe, ba ntherela timelo, tsatsi lohle ba ntohela mano. Empa nna ke jwaloka tsebetutu, ha ke utlwe; ke jwaloka semumu, ha ke bue. Nna ke jwaloka motho ya sa utlweng ditsebeng, eo molomong wa hae ho seng dikgang. Morena, ke tshepile wena; ke wena ya tla nkaraba, Morena Modimo wa ka, ha ke re: “Ba se ke ba ithabisa ka nna, ba ithorisa ha leoto la ka le thella.” Ke lekgatheng la ho wa, ke utlwa bohloko kamehla. Ke bolela molato wa ka, ke swabela sebe sa ka. Ba itshemmeng bora ho nna ba matla, ba ntlhoileng ntle ho lebaka ba ngatafetse, e leng ba mpuseletsang botle ka bobe, ba nqosang hobane ke latela botle. Morena, o se ke wa ntahla; Modimo wa ka, se be hole le nna. Phakisa o nthuse, Morena, wena mopholosi wa ka. Pesalema ya Davida, e qapetsweng motsamaisi wa dibini; ya Jedutune. Ke ile ka re: “Ke tla hlokomela metsamao ya ka, ke tle ke se ke ka etsa sebe ka leleme la ka; ke tla tshwara leleme la ka ha ya kgopo a ntse a le pela ka.” Ke ne ke kgutsitse jwaloka semumu, ke thotse; ka baka la katleho ya hae, bohloko ba ka ba nna ba tota, pelo ya ka ya tlallana, ha ke ntse ke fehelwa ka tuka malakabe, ka ba ka bua, ka re: “Morena, ako ntsebise pheletso ya ka, le bolelele ba matsatsi a ka; a nke ke tsebe hore na bophelo ba ka bo feta kapele hakaakang! Bona, matsatsi a ka o a lekantse, o a lekantse ka bophara ba seatla, bolelele ba bophelo ba ka hase letho mahlong a hao. Ruri motho ya phelang ke lefeela. “Motho ya tsamayang o ka seriti feela, maruo ao a ipokellelang wona ke lefeela; ha a tsebe hore na a tla sebediswa ke mang.” Jwale, Morena, ekaba ke sa lebeletseng? Tshepo ya ka e ho wena. Ntopolle ditlolong tsa ka tsohle, se nketse sesomo ho dithoto. Ke jwaloka semumu, ha ke na puo, hobane ke wena ya sebetsang. Mphemise dikotlo tsa hao, letsoho la hao le nqetile. O kgalemela motho ka ho mo otla, ka ho mo otlela melato ya hae, o fedisa seo a se ratang jwalokaha eka se jewa ke tshwele. Ruri motho ke lefeela. Morena, ako utlwe thapelo ya ka, o sekehele thapedi ya ka tsebe, o se hane ho mamela sello sa ka. Ke mojaki naheng ya hao, ke mofeti jwaloka bo-ntate. Se ntjamele, ke tle ke thabe, ke eso ikele, mme ka ba siyo. Pesalema ya Davida, e qapetsweng motsamaisi wa dibini. Ke ile ka lebella Morena ka mamello; a retelehela ho nna, a mamela sello sa ka. A nnyolla mokoting wa timelo, tebetebeng ya seretse, a nkemisa hodima lefika, a tiisa mehato ya ka. A etsa hore ke bine sefela se setjha, se rorisang Modimo wa rona. Ba bangata ha ba bona hona, ba tla tshaba Morena, ba mo tshepe. Ho lehlohonolo motho ya tshepang, ya beileng tshepo ya hae ho Morena, ya sa kgemeng le baikakasi, le ba kgeloswang ke mashano. Morena Modimo wa ka, o re etseditse tse kgolo, e leng mesebetsi ya hao e makatsang, le merero ya hao e makatsang; ha ho ya ka lekanngwang le wena. Ha nka rata ho e bolela le ho e phatlalatsa, e mengata hoo e ke keng ya balwa. Ha o kgahlwe ke sehlabelo kapa nyehelo, o thibolotse tsebe tsa ka. Ha o batle setjheso kapa sehlabelo e leng tse etswang ka baka la dibe. Ke moo ke ileng ka re: “Bona, ke a tla. Ho ngotswe ka nna Bukeng ya Molao: Ke thabela ho etsa thato ya hao, Modimo wa ka. Molao wa hao o ka pelong ya ka.” Ke boletse tsa ho loka ha hao, ka di bolela phuthehong e kgolo; wena Morena, o a tseba, ha ke a ka ka kgutsa. Ha ke a ka ka pata ho loka ha hao, ka ho pata pelong ya ka, ke boletse botshepehi ba hao, ka bolela le yona thuso ya hao; ha ke a ka ka pata, ka patela phutheho e kgolo, ka e patela mohau le nnete ya hao. Morena, o se ke wa ntima lerato la hao, mohau wa hao le nnete ya hao di nne di mpoloke ka mehla yohle. Ke aparetswe ke ditlokotsi, tlokotsi tse ke keng tsa balwa, melato ya ka e ntshwere, e ntshwere hoo ke sitwang le ho sheba, e mengata ho feta qoba tsa moriri wa ka, pelo ya ka e nyahame. Ako kgahlwe ho nnamolela, Morena; Morena, phakisa o nthuse. Ba batlang ho timetsa bophelo ba ka ba ke ba hlajwe ke dihlong, ba ferekane kaofela. Ba ntakaletsang bobe ba ke ba tjhetjhe, ba tlontlolohe. Ba ke ba swabe haholo ka baka la ho tlontloloha ha bona, bana ba reng ka nna: “Aha! Aha!” Bohle ba o batlang ba ke ba nyakalle, ba o thabele. Ba ratang ho pholoswa ke wena, ba nne ba re: “Morena o moholo!” Ha e le nna ke mohlophehi le mofutsana, empa Morena o a nkgopola. Ke wena mothusi le molopolli wa ka; Modimo wa ka, se diehe. Pesalema ya Davida, e qapetsweng motsamaisi wa dibini. Ho lehlohonolo ya hlokomelang mofutsana; Morena o tla mo lopolla, a mo lopolle mohla tsatsi la tlokotsi. Morena o tla mo sireletsa, a mo phedise hamonate lefatsheng; a ke ke a tlohella dira tsa hae ho etsa borata ka yena. Morena o tla mo thusa diphateng tsa lefu, a nne a fetole diphate tsa hae, a di fetole ha a ntse a kula. Ha e le nna ke ile ka re: “Morena, nkgauhele, mphodise hobane ke o sitetswe.” Dira tsa ka di tla mpua hampe, di re: “O tla shwa neng, lebitso la hae le tswe le fela?” Ha motho a tlilo mpona, o bua mafeela, pelo ya hae e rwalla tse mpe, tseo etlare hoba a tswe, a tsamaye a di hasanya. Bohle ba ntlhoileng ba bokanela ho ntsheba, ba ntherela bomadimabe. Ba re: “O kenwe ke lefu le lebe, o rapaletse, a ke ke a hlola a tsoha.” Esita le motswalle wa hlooho ya kgomo, eo ke ntshanang se inong le yena, o nthahile ka serethe. Empa wena Morena, ako nkgauhele, o ntsose, ke tle ke ba buseletse. Ka hona ke tla tseba hore o kgahlwa ke nna, ha sera sa ka se se se sa ithorisetse nna. O tla mpoloka ke se na kodi, o mpee kapela hao kamehla. Ho bokwe Morena, Modimo wa Iseraele, kamehla yohle, e se nang qaleho le qetello. Amen. Amen. Thothokiso e nang le thuto, ya bara ba Kora, e qapetsweng motsamaisi wa dibini. Jwalokaha kgama e labalabela metsi a melatswana, le wona moya wa ka o o labalabela jwalo, o labalabela wena Modimo. Moya wa ka o nyoretswe Modimo, o nyoretswe Modimo ya phelang: Ke tla ya neng, ke yo hlaha kapela Modimo? Ke phela ka dikgapha motsheare le bosiu, ha kamehla ho ntse ho thwe ho nna: “O kae Modimo wa hao?” Moya wa ka o a qhashoha, o qhashoha ha ke hopola tsena: Ke ne ke tsamaya mokolokong, ke o eteletse pele, ho ya tlung ya Modimo hara mehoo ya thabo le ya teboho, ha matshwele a eya moketeng. Moya wa ka, o nyahametseng? O hloretseng ka sefubeng sa ka? Tshepa Modimo. Ke sa tla nne ke mmoke, yena mopholosi wa ka le Modimo wa ka. Moya wa ka o nyahame; ke kahoo ke o hopolang Modimo, ke le naheng ya Jorodane, le thabeng tsa Heremone, le thabaneng ya Misare. Bodiba bo arabela bodiba ka ho hwasa ha diphororo tsa hao, maqhubu le merallo yohle ya hao e fetile hodima ka. Motsheare Morena o tla ntshitsa, a ntshitse ka mohau wa hae; bosiu ke tla mminela, ke rapele Modimo ya mphedisang. Ke tla re ho Modimo, Lefika la ka: “O ntebaletseng?” Keng ha ke tsamaya ke hlomohile ka baka la kgatello ya sera? Ke robehile ditho ke ho tlakwa ke dira tsa ka, ha kamehla di ntse di re ho nna: “O kae Modimo wa hao?” Moya wa ka, o nyahametseng? O hloretseng ka sefubeng sa ka? Tshepa Modimo. Ke sa tla nne ke mmoke, yena mopholosi wa ka le Modimo wa ka. Modimo, ako nkahlolele, o emele nyewe ya ka, o ntshireletse ho batho bana, batho bana ba se nang mohau, o ntopolle ho motho ya thetsang, o ntopolle le ho ya bolotsana. Modimo, ke wena eo ke tshabelang ho wena; jwale o ntahletseng? Keng ha ke tsamaya ke hlomohile, ke hlomohile ka baka la kgatello ya sera? Nthomelle lesedi la hao le nnete ya hao, di tle di ntsamaise, di mphihlise thabeng ya hao e halalelang, di mphihlise leahong la hao. Ke tla fihla aletareng ya Modimo, ho Modimo ya nthabisang. Ke tla nyakalla, ke o boke ka harepa, wena Modimo, Modimo wa ka. Moya wa ka, o nyahametseng? O hloretseng ka sefubeng sa ka? Tshepa Modimo. Ke sa tla nne ke mmoke, yena mopholosi wa ka le Modimo wa ka. Thothokiso e nang le thuto, ya bara ba Kora, e qapetsweng motsamaisi wa dibini. Modimo, re utlwile ka tsebe tsa rona, bo-ntata rona ba re phetetse tsohle tseo o di entseng mehleng ya bona, wa di etsa ka tsoho la hao, wa di etsa mehleng eo ya kgale. O ile wa leleka ditjhaba, hore o tle o ba bee naheng ya tsona; wa etsa merabe hampe, hore ba tle ba namele hohle. Hase ka sabole ba hapileng naha eo, leha e le ho hlola ka matsoho a bona; empa e bile ka tsoho la hao le letona, le ka sefea sa hao, le ka ho ba phuthollela fahleho sa hao, hobane o ne o ba rata. Ke wena kgosi ya ka le Modimo wa ka, ya sitsang Jakobo ka tlholo. Ke ka wena re dihang ba re lwantshang; ka lebitso la hao re a hatakela re hatakela ba re tsohelang matla. Ha ke a tshepa seqha sa ka, le ho hlola ka sabole ya ka. Empa ke wena ya re pholosang, ya re pholosang ho ba re lwantshang; ba re hloileng ba hlabisa dihlong. Re rorisa Modimo kamehla, ha re kgaotse ho boka lebitso la hao. Empa jwale o re lahlile, wa etsa hore re tlontlolohe; ha o sa tswa le mabotho a rona. O entse hore ba re lwantshang ba re tjhetjhise; ba re hloileng ba ikgapetse tsa rona, ba ikgapela tsona ka ho rata. O re tloheletse ho ba dinku tse hlajwang, wa re qhalanya hara ditjhaba. O rekisitse setjhaba sa hao o sa fumane letho, ha o a rua letho ka theko ya sona. O re fetotse sekgobo ho baahisane ba rona; sesomo le setsheho ho ba re potapotileng. O re entse pale hara ditjhaba, merabe e re sisinyetsa dihlooho. Ke hopola ho tlontloloha ha ka kamehla, sefahleho sa ka se aparetswe ke dihlong, ka baka la mantswe a ya hlapaolang, mantswe a ya nyefolang, ka baka la sera le moiphetetsi. Tsena tsohle di re wetse hodimo tsa re wela re sa ka ra o lebala, re sa ka ra roba selekane sa hao. Pelong tsa rona ha re a o kwenehela, maoto a rona ha a a fapoha tsela ya hao; empa wena o re robokeletse, wa re robokella moo ho phelang diphokojwe, wa re kwahela ka lefifi, fifi le letsholetsho. Hoja re ne re lebetse lebitso, lebitso la Modimo wa rona, re phahamisitse matsoho a rona, re a phahamiseditse modimo osele, na Modimo a ka be a sa sibolla hoo, yena ya tsebang diphiri tse ka dipelong? Ke ka baka la hao re bolawang kamehla, re nkwang re le dinku tse hlajwang. Tsoha, Morena, o robaletseng? Tsoha, o se ke wa re lahlela ruri! O patetseng sefahleho sa hao? O lebaletseng ho hlopheha ha rona le ho hatellwa ha rona? Meya ya rona e kudupana leroleng, re hahaba fatshe ka dimpa. Tsoha, o re thusetse! Re lopolle ka baka la mohau wa hao. Thothokiso e nang le thuto, ya bara ba Kora. Pina ya lerato. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka mmino wa sefela sa “Mohaladitwe”. Pelong ya ka ho tletse taba tse monate, ke bolela tseo ke di qapetseng kgosi, leme la ka le ka lesiba la sengodi, siba la sengodi se mahlahahlaha. O motle ho feta bana bohle ba batho, molomo wa hao o a kgahleha, hobane Modimo o o hlohonolofatsa kamehla. Wena mohale, tlamella sabole ya hao qholong; ka hlompho le ka botlotlehi ba hao, palama, o hlole, o lwanele nnete, le boikokobetso, le ho loka. Tsoho la hao le letona le o etsetse diketso tse makatsang. Metsu ya hao e leotsehile, ditjhaba di tla wela tlasa puso ya hao, dira tsa kgosi di tla nyahama pelo. Terone ya hao, Modimo, ke ya kamehla le mehla, lere la hao la puso ke lere la toko. O rata ho loka, o hloile bokgopo. Kahoo Modimo, Modimo wa hao, o o tlotsitse ka ole ya thabo, ho ena le balekane ba hao; aparo tsa hao tsohle di nonoditswe ka mmira, le ka lekgala, le ka sente. Matlung a kgabisitsweng ka manaka a tlou ho utlwahala harepa tse o thabisang. Kgosatsana di teng hara mafumahatsana, mafumahatsana a hao a lomphehang; mofumahadi o eme tsohong la hao le letona, o eme a kgabile ka kgauta ya Ofire. Mamela, morwetsana; bona, o sekehe tsebe; tela tjhaba sa heno le lapa leno, hore kgosi e tle e tjhatjhehele botle, e tjhatjhehele botle ba hao haholo. Kahobane ke yona monga hao, o itihe maotong a yona. Ba motse wa Tire ba tla o nyehella ka dimpho, barui ba baditjhaba ba tla batla thuso ya hao. Kgosatsana e kena e le Seilatsatsi, aparo tsa yona di homilwe ka kgauta; e iswa ho kgosi e apere tse mahadihadi. Baetsana ba barwetsana ba tliswa ho kgosi. Ba tliswa ka thabo le nyakallo, ba kena ka tlung ya kgosi. Tulong tsa bo-ntatao ho tla dula bara ba hao, o tla ba bea mahosana naheng yohle. Ke tla etsa hore bitso la hao le hopolwe ke meloko yohle; ka baka leo, tjhaba di tla o boka, di o boke kamehla le mehla. Sefela sa bara ba Kora. Taelo ho motsamaisi wa dibini: Se binwe ka lentswe le lesesanyane. Modimo ke setshabelo sa rona le matla a rona; ke thuso e teng kamehla, thuso matshwenyehong. Ka baka leo, re ke ke ra tshaba, leha lefatshe le ka reketla, le dithaba tsa sisinyeha botebong ba lewatle; leha metsi a lona a ka befa, a tlokoma mafilo, dithaba tsa reketliswa ke ho tuduana ha wona. Noka e teng eo makala a yona a thabisang motse wa Modimo, leaho le halalelang la Ya Hodimodimo. Modimo o bohareng ba motse oo, o ke ke wa sisinyeha; Modimo o tla o thusa ha mafube a hlaha. Ditjhaba di a befa, mebuso e a sisinyeha; ha a kgaruma, lefatshe le a qhibidiha. Morena wa mabotho o na le rona, Modimo wa Jakobo ke qhobosheane ya rona. Tloong, le bohe mesebetsi ya Morena, kamoo a ripitlileng lefatshe kateng. O fedisa dintwa ho isa pheletsong tsa lefatshe; o robakanya diqha, a pome marumo, a tjhese dithebe mollong, a re: “Kgaotsang, le tsebe hore nna ke Modimo, ke tla okamela ditjhaba, ke okamele lefatshe.” Morena wa mabotho o na le rona, Modimo wa Jakobo ke qhobosheane ya rona. Pesalema ya bara ba Kora, e qapetsweng motsamaisi wa dibini. Lona ditjhaba tsohle, opang mahofi; faphang Modimo ka mehoo ya thabo. Morena ya hodimodimo o a tshabeha; ke yena kgosi e kgolo, kgosi ya lefatshe lohle. O bea ditjhaba tlasa puso ya rona, merabe katlasa maoto a rona. O re kgethela lefa la rona, bokgabane ba Jakobo eo a mo ratileng. Modimo o nyolohile ka mehoo ya thabo, Morena o nyolohile ka modumo, ka modumo wa terompeta. Rokang Modimo, mo rokeng; rokang kgosi ya rona, e rokeng. Modimo ke kgosi ya lefatshe lohle, mo rokeng ka bokgeleke. Modimo o rena hodima ditjhaba, Modimo o dutse teroneng, teroneng ya hae e halalelang. Mahosana a ditjhaba a bokane hammoho, hore e be setjhaba sa Modimo wa Aborahama; hobane babusi ba lefatshe ke ba Modimo, mme yena o kahodimodimo ho bohle. Pesalema ya bara ba Kora. Sefela. Morena o moholo, o lokelwa ke thoriso e kgolo motseng wa Modimo wa rona, thabeng ya hae e a halalelang. Thaba ya Sione e a kgahleha, e kgahleha ka bophahamo ba yona, e thabisa lefatshe lohle; e ka leboya ho motse wa Kgosi e kgolo. Modimo o teng matlung a bokgosi, matlung a bokgosi a motse oo, yena o tsejwa e le qhobosheane. Bonang, dikgosi di ile tsa kopana, tsa o futuhela di le mmoho. Tsa o bona, mme tsa hlollwa; tsa ferekana, mme tsa baleha. Tsa tshwarwa ke thothomelo, ya di tshwara hona moo, le bohloko bo kang ba pelehi; jwalokaha moya wa botjhabela o pshatlakanya dikepe, kepe tsa Tarashishe. Seo re se utlwileng re bile re se bone motseng wa Morena wa mabotho, motseng wa Modimo wa rona, oo Modimo a o tiisitseng ka ho sa feleng. Modimo, re hopola mohau wa hao re le ka Tempeleng ya hao. Jwaloka lebitso la hao Modimo, thoriso ya hao e fihla jwalo, e fihla jwalo pheletsong tsa lefatshe. Tsoho la hao le letona le tletse toka. Thaba ya Sione e ke e thabe; metse ya Juda e ke e nyakalle ka baka la kahlolo tsa hao. Potapotang Sione, le e potolohe, balang ditora tsa yona; elang hloko lerako la yona, rako la yona la tshireletso, hlahlobang matlo a yona a bokgosi, le tle le phetele moloko o tlang, le re: “Enwa ke Modimo, ke Modimo wa rona kamehla le mehla, o tla re tsamaisa.” Pesalema ya bara ba Kora, e qapetsweng motsamaisi wa dibini. Mamelang, lona ditjhaba tsohle; sekehang tsebe, lona baahi bohle ba lefatshe, lona bafo le lona marena, lona barui le mafutsana hammoho. Molomo wa ka o tla bua tsa bohlale, pelong ya ka ke tla nahana tse nang le kelello. Ke tla sekehela maele tsebe, ke tla hlalosa selotho sa ka ke ntse ke letsa harepa. Nka tshoha eng nakong tse mpe, ha ke teetswe hare ke dira tse kgopo, e leng batho ba tshepileng matlotlo a bona, ba ithorisang ka maruo a bona a mangata? Ha ho motho ya ka lopollang ngwanabo, leha e le ho mo lefella ho Modimo. Tefello ya bophelo ba motho e feta matla a hae, a ke ke a e lekana le ka mohla! Motho a ke ke a phela hoyahoile, a se ke a tseba lebitla. O tla fela a bone hore le ba bohlale ba a shwa, sethoto le lewatla ba timela ka ho tshwana, ba siele ba bang matlotlo a bona. Mabitla a bona ke matlo a bona a mehla yohle, ke leaho la bona ho isa melokong yohle, le hoja dinaha di reeletswe ka bona. Motho ya phelelang leruo o hloka kelello, o tshwana le diphoofolo tse shwang. Ena ke yona tsela ya ba itshepileng, ke pheletso ya ba kgotsofetseng, ba kgotsofaletseng matlotlo a bona. Ba kgannelwa Nqalong ya Bafu jwaloka dinku; lefu e tla ba modisa wa bona. Ba tla theohela lebitleng, sebopeho sa bona se tla senyeha; Nqalo ya Bafu e tla ba leaho la bona. Empa Modimo o tla ntopolla, a nntshe diatleng tsa lefu. O se ke wa tshoha leha motho a ka rua, mme matlotlo a ntlo ya hae a eketseha; hobane mohla a shwang a ke ke a nka letho, matlotlo a hae a ke ke a mo sala morao. Le hoja ha a sa phela, a ne a ikuka a le lehlohonolo, kapa a ne a rorisetswa katleho ya hae, o tla be a yo fihla molokong wa bo-ntatae, ba ke keng ba hlola ba bona lesedi. Motho ya phelelang leruo o hloka kelello, o tshwana le diphoofolo tse shwang. Pesalema ya Asafo. Modimo ya matla wohle, Morena, o buile, o bitsa lefatshe lohle ho tloha botjhabela ho isa bophirimela. Modimo o kganya a le Sione, motseng o motlemotle. Modimo wa rona o a tla, a ke ke a hlola a kgutsa. Kepele ho yena ke mollo, mollo o tjhesang lore! Sefefo se matla se mo teetse hare. O bitsa mahodimo le lefatshe ho tla kahlolong ya setjhaba sa hae. O re: “Bokellang batshepuwa ba ka, le ba bokelle kapele ho nna, e leng ba entseng selekane le nna ba se entseng ka mahlabelo.” Mahodimo a bolela ho loka ha hae, kaha Modimo ke yena moahlodi. “Mamelang, lona setjhaba sa ka, mme ke tla bua; wena Iseraele, ke tla o qosa. Ke nna Modimo, Modimo wa hao. Ha ke o nyatsetse mahlabelo a hao, hobane ha o kgaotse ho nnyehella ka ditjheso. Nke ke ka amohela poho ya saka la hao, leha e le phooko ya mohlape wa hao; hobane dibatana tsohle tsa meru ke tsa ka, le tsona diphoofolo tse diketekete dithabeng. Ke tseba dinonyana tsohle tse sepakapakeng, le dinyamatsane tsohle tsa naha ke tsa ka. Hoja ke ne ke lapile, ke ne ke sa tlo o bolella, hobane lefatshe ke la ka, le tsohle tse ho lona. Na ke ja nama ya dipoho? Kapa ke nwa madi a diphooko? Nyehella Modimo ka sehlabelo sa teboho, phetha dikano tsa hao ho Ya Hodimodimo. Ipiletse ho nna ka nako ya matshwenyeho; ke tla o lopolla, mme wena o tla ntlotlisa.” Empa ho ya kgopo Modimo o re: “O na le tokelo efe ya ho bolela melao ya ka, kapa ho boledisa selekane sa ka, o se boledisa ka molomo wa hao, athe o hloile ho kgalemelwa, o lahlile mantswe a ka ho hang? Ha o bona leshodu, o so kgema le lona; o motswalle wa difebe. O dumella molomo wa hao ho bua tse mpe, leleme la hao le loha mano. O duletse ho bua ngwaneno hampe; o silafatsa ngwana mmao. Tsena o di entse; jwale o re nka kgutsa? O hopola hore ke tshwana le wena? Ke tla o kgalemela, ke totobatse tsohle mahlong a hao. “Lona ba lebalang Modimo, le ke le lemohe tsena, esere ka le harola, mme la hloka ya le namolelang. Ya nnyehellang ka sehlabelo sa teboho ka sona o a ntlotlisa, ya tsamayang ka ho loka ke tla mmontsha kamoo Modimo a pholosang kateng.” Pesalema e qapetsweng motsamaisi wa dibini. Ke ya Davida, mohla moporofeta Nathane a tlileng ho yena, hoba Davida a etse bohlola le Batesheba. Oho, Modimo, ako nkgauhele ka mohau wa hao, ho ya ka boholo ba lerato la hao ako hlakole melato ya ka. Ntlhatswisise bokgopo ba ka, o ntlhwekise sebe sa ka; hobane ke tseba melato ya ka, ke hopola sebe sa ka kamehla. Ke sitetswe wena, wena o inotshi, ke entse bobe mahlong a hao. Ho loka ha hao ho tla bonahala ha o ahlola, le ho hloka kodi ha hao ha o diha nyewe. Ruri ke bile ya sa lokang ho tloha tswalong ya ka, ke bile moetsadibe ho tloha popelong ya mme. Athe wena o thabela botshepehi, botshepehi moyeng wa motho, o nthuta bohlale botebong ba pelo ya ka. Fedisa sebe sa ka, ke tle ke hlweke; o ntlhatswe, ke tle ke be mosweu, ke be mosweu ho feta lehlwa. Etsa hore ke utlwe mehoo ya thabo, ke utlwe le mehoo ya nyakallo, ditho tsa ka di tle di hlasimolohe, ditho tseo o di robileng. Nteballe dibe tsa ka, o hlakole melato ya ka kaofela. Oho, Modimo, ako bope ka ho nna, o bope pelo e hlwekileng, o kenye moya o motjha, o tiileng, o o kenye ka sefubeng sa ka. O se ke wa ntelekela hole le wena, wa nkamoha Moya wa hao, Moya o Halalelang. Ako mpuseletse nyakallo, nyakallo ya ho pholoswa ke wena, o mmatlafatse ka moya wa boitelo. Ba etsang diphoso ke tla ba ruta, ke ba rute ditsela tsa hao, mme baetsadibe ba tla kgutlela ho wena. Modimo, Modimo ya mpholosang, ako ntopolle kahlolong ya lefu, leme la ka le tumise ho loka ha hao. Oho, Morena, ako rarolle leleme la ka, molomo wa ka o phatlalatse thoriso ya hao. Ha o kgahlwe ke mahlabelo; leha nka o nyehella ka setjheso, o ke ke wa se amohela. Sehlabelo se ratwang ke Modimo: ke moya o swabileng; ke pelo e swabileng, e hlomohileng; oho, Modimo, o ke ke wa e kgesa. Haeba o ka kgahlwa, ako etsetse Sione molemo, o tsose marako a Jerusalema. Ke moo o tla kgahliswa ke mahlabelo a lokelang, ditjheso le dinyehelo tse tjheswang; mme ho tla nyehelwa ka dipohwana, ho nyehelwe ka tsona aletareng ya hao. Pesalema ya Davida. Thothokiso e nang le thuto; ya mohla Doege, Moedomo, a neng a tlilo tsebisa Saule hore Davida o kene tlung ya Abimeleke. O ithorisetsang ka bobe, wena ya sehloho? Tseba, mohau wa Modimo ke wa kamehla yohle. O ntse o rera ho timetsa ba bang, leleme la hao le ka lehare le bohale, wena ya etsang bolotsana. O rata bobe ho ena le botle, le leshano ho ena le nnete. O rata dipuo tse timetsang, wena ya leleme le thetsang! Modimo o tla o ripitlela ruri, a o hlwibile, a o hotolele ntle ho tente ya hao, a o fedise lefatsheng la ba phelang. Ba lokileng ba tla bona tsena, mme ba tshabe; ba tla mo tsheha, ba re: “Bonang motho ya sa etsang Modimo tshabelo sa hae, ya itshepetseng bongata ba maruo a hae, ya entseng bokgopo setshabelo sa hae.” Empa nna, ka tlung ya Modimo, ke jwaloka sefate sa mohlwaare, fate se setalana; ke tshepa mohau wa Modimo, ke o tshepa kamehla le mehla. Ke tla o boka kamehla ka seo o se entseng, ke tlotlise bitso la hao ke le hara batshepuwa ba hao, hobane wena o molemo. Pesalema ya Davida. Thothokiso e nang le thuto. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka makodilo. Ka pelong sethoto se re: “Ha ho na Modimo.” Diketso tsa batho di bodile, di a nyonyeha, ha ho le ya mong ya etsang tse ntle. Modimo, a le mahodimong, o tadima bana ba batho, ho bona hore na ho teng ya utlwisisang, ya batlang Modimo. Bohle ba kgelohile, ba senyehile kaofela; ha ho ya etsang tse ntle, ha ho le ya mong. Na baa bohle ha ba na tsebo, baa ba etsang tse sa lokang baa ba itjellang setjhaba sa ka, jwalokaha ba eja bohobe, ba sa ipiletse ho Modimo? Jwale ba tla tshoha haholo, ba tshohe kantle ho lebaka, hobane Modimo o tla qhalanya masapo, masapo a ba neng ba o thibeletse. O tla ba hlabisa dihlong, mohla Modimo a ba lahlang. E se eka pholoho ya Iseraele e ka tswa Sione! Mohla Modimo a kgutlisang setjhaba sa hae, a se kgutlisa bothopuweng, Jakobo o tla nyakalla, Iseraele le yena a thabe. Thothokiso e nang le thuto. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka diletsa tsa dikgwele. Pesalema ya Davida. ya mohla baahi ba Sife ba tlileng ho Saule, ba re: “Ha re re Davida o ipatile habo rona!” Oho, Modimo, ako mpholose, mpholose ka baka la lebitso la hao, o nkahlolele ka matla a hao. Oho, Modimo, ako mamele thapelo ya ka, o sekehele dipolelo tsa ka tsebe. Baikakasi ba ntsohetse matla, ba sehloho ba batla bophelo ba ka, ha ba na taba le Modimo. Empa nna Modimo o a nthusa, Morena ke mmaballi e moholo, ke mmaballi wa bophelo ba ka. Ba ntaletseng ba ke ba putswe ka bobe; ba fedise ka baka la botshepehi ba hao. Ke tla ithaopela ho o nyehella ka sehlabelo, ke boke bitso la hao, Morena, hobane le molemo. O ntopolotse matshwenyehong a ka kaofela; ke tadima dira tsa ka ka tello. Pesalema ya Davida. Thothokiso e nang le thuto. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka diletsa tsa dikgwele. Oho, Modimo, ako sekehe tsebe, o sekehele thapelo ya ka tsebe, o se ke wa furalla thapedi ya ka. Ako mmamele, o be o nkarabe: Ke tsielehile, ke sisa pelo, ke a fehelwa, ka baka la ho hlodiuwa ke dira tsa ka, le ka baka la ho hlapaolwa ke ba kgopo. Ba nneta ka bokgopo, ba ntlhorisa ba halefile. Pelo ya ka e uba habohloko, matswalo a lefu a mpupeditse. Ke kenwe ke letswalo, ke a thothomela, ke aparetswe ke tshabo. Ke bile ka re: “Ke mang ya tla mpha mapheo, mapheo a kang a leeba, ke tle ke fofe, ke yo phomola?” E, nka be ke baleha, ke eya hole, ke ilo iphelela lehwatateng. Ke ne ke tla potlakela ho ya fumana tshireletso meyeng ya ditsokotsane le ya difefo. Morena, lobokanya merero ya ba kgopo, o ferekanye maleme a bona, hobane nna ke bona sehloho, ke bona le diqabang motseng; di solla hodima marako a motse, di solla teng motsheare le bosiu, bokgopo le bobe di kahara wona. Hara wona ke timelo feela, bomenemene le mano di ke ke tsa sutha mabaleng a wona. Hoja ke sera se ntlhapaolang, ke ne ke tla mamella; hoja ya ntlhoileng ke yena ya ikgantshetsang nna, ke ne ke tla ipatela yena. Empa ke wena ya nkentseng jwalo, wena o leng molekane wa Ka, le thaka ka, le motswalle wa ka; wena eo re neng re buisana hamonate, re le sehlopheng se yang tlung ya Modimo. Lefu le ke le ba kgaoletse, ba ke ba theohele Nqalong ya Bafu, ba theohele ba ntse ba phela, hobane ba ahisane le bokgopo, mme bo hara bona. Empa nna ke tla ipiletsa ho Modimo, mme Morena o tla mpholosa. Hoseng, motsheare le mantsiboya, ke sisa pelo, ke a fehelwa, mme o utlwa lentswe la ka. O mpholositse ntweng, a mpha kgotso, leha ba mphutuhetseng ba ne ba le bangata. Modimo o tla utlwa, a ba kokobetse, yena eo esaleng a ituletse teroneng ya hae; hobane ha ba sokolohe, ha ba tshabe Modimo. Molekane wa ka o futuhetse metswalle ya hae, o robile selekane sa hae. Leleme la hae le ne le le monate, empa bora bo ne bo le teng, bo le teng ka pelong ya hae. Mantswe a hae a ne a thoba hamonate, empa e ne e le disabole tse hlabang. Rolela morwalo wa hao ho Morena, mme o tla o jarisa; a ke ke a tlohella ya lokileng hore a sisinngwe le ka mohla. Wena Modimo, o tla ba dihela, o tla ba dihela mohohlong wa timelo, batho bao ba ratang ho tsholla madi, ba ratang le ho thetsa; ba ke ke ba phela leha e le halofo ya ditshiu tsa motho. Empa nna ke tshepile wena. Pesalema ya Davida. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka mmino wa sefela sa modumo wa “Leeba le difateng tse hole”. Ke ya mohla Bafilesita ba neng ba tshwere Davida motseng wa Gate. Oho, Modimo, ako nkgauhele, hobane batho ba a nkgatakela, ba ntwantshang ba mpatisitse kamehla, Ba ntaletseng ba nkgatakela kamehla, ba bangata ba ntwantshang. Wena Ya Hodimodimo, mohla ke tshohileng, ke tla tshepa wena. Ke rorisa Modimo, hobane ke a mo tshepa, ke tshepa Modimo, nke ke ka tshaba letho; motho yena a ka nketsang? Ba sotha dipuo tsa ka kamehla, merero yohle ya bona e ntswalla bobe. Ba a bokana, ba ipatele nna, ba lalle metsamao ya ka, ba ntse ba tsoma bophelo ba ka. Na ba ka phonyoha ka baka la bokgopo ba bona? Oho, Modimo, ako dihe baditjhaba, o ba dihe ka kgalefo ya hao. O tseba ho lelera ha ka, o kgakeleditse meokgo ya ka, o e kgakeleditse ka lefiswana; na tsee ha di a ngolwa bukeng ya hao? Ha ke ipiletsa ho wena, dira tsa ka di tla tjhetjha. Ke a tseba hore Modimo o na le nna. Ke rorisa Modimo hobane ke a mo tshepa, ke rorisa Morena hobane ke a mo tshepa. Ke tshepile Modimo, nke ke ka tshaba letho; motho yena a ka nketsang? Modimo, dikano tsa ka ho wena di ntlamile; ke tla o nyehella ka mahlabelo a teboho, hobane o mpholositse lefung, o phemisitse maoto a ka, wa a phemisa ho kgopjwa, ke tle ke tsamaye pontsheng ya Modimo, seding la ba phelang. Pesalema ya Davida. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka mmino wa sefela sa “O se ke wa senya”. Ke ya mohla Davida a neng a etswa lehaheng, a baleha Saule. Nkgauhele, oho, Modimo nkgauhele, hobane ke tshabela ho wena. Ke tshabela moriting wa mapheo a hao, ho fihlela koduwa e ba e feta. Ke ipiletsa ho Modimo, Ya Hodimodimo, yena Modimo ya nketsetsang tsohle. A le mahodimong, a ke a nthusetse; a ferekanye ya nkgatakelang. Modimo a ntshitse ka mohau wa hae, a mpontshe botshepehi ba hae. Ke dutse hara ditau tse harolang batho; meno a tsona a ka marumo le metsu, maleme a tsona a ka sabole tse bohale. Modimo, bontsha hore o okametse mahodimo, tlotla ya hao e phahamele lefatshe lohle. Ba tjhehile maoto a ka ka leraba, mme moya wa ka o siame; ba ntjheketse lemena, empa ke bona ba wetseng ka ho lona. Pelo ya ka e matlafetse, Modimo, pelo ya ka e matlafetse; ke tla bina, ke o roke. Tsoha, moya wa ka; tsohang, lona thomo le harepa; ke tla tsoha mafube a eso hlahe. Morena, ke tla o boka hara ditjhaba, ke o roke hara merabe; hobane mohau wa hao o moholo, o fihla mahodimong, le botshepehi ba hao bo fihla marung. Modimo, bontsha hore o okametse mahodimo, tlotla ya hao e phahamele lefatshe lohle. Pesalema ya Davida. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka mmino wa sefela sa “O se ke wa senya”. Lona babusi, na ruri le ahlola ka ho loka? Na le ahlola batho ka toka? Tjhe, ka dipelong tsa lona le rera tse kgopo, lefatsheng le etsa tse sehloho, le di etsa ka matsoho a lona. Ba kgopo ba senyehile ho tloha popelong, ba leshano ba kgelohile ho tloha tswalong ya bona. Mahloko a bona a tshwana le mahloko a noha; ba ithibile ditsebe sa marabe ya manganga, ya sa utlweng lentswe la ya mo weweletsang, la ya mo bobisang ka bohlale ba hae. Oho, Modimo, pshatla meno a bona, a pshatlelle ka mahanong a bona; oho, Morena, motsula meno, meno a mekwetsepe a ditawana. Ba ke ba nyamele sa metsi a phallang, ba ke ba omelle sa jwang bo hataketsweng. Ba ke ba qhididihe sa kgofu ha e ntse e tsamaya, ba be jwaloka sefolotsana, sona se sa boneng letsatsi. Etlare ba eso lemohe a ba fothole sa hlabahlabane, a ba fefole sa lehola ka kgalefo, ka kgalefo ya hae e tukang. Ya lokileng o tla thaba ha a bona phetetso, o tla hlatswa maoto a hae ka madi a ba kgopo. Batho ba tla re: “Ruri, ya lokileng o newa moputso; ruri, Modimo o teng, o ahlola batho lefatsheng.” Pesalema ya Davida. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka mmino wa sefela sa “O se ke wa senya”. Ke ya mohla Saule a neng a rometse batho ho lebela ntlo ya Davida le ho mmolaya. Modimo wa ka, ako nnamolele direng tsa ka, o ntshireletse ho ba ntsohetseng matla. Ako nnamolele ho ba etsang tse kgopo, o mpholose ho ba ratang ho tsholla madi. Ke bao ba matla ba bokane, ba ntaletse, le hoja ke se na molato kapa sebe, Morena. Ba a potlaka, ba itokisetsa nna, le hoja ke sa etsa phoso; tsoha, o nkgahlanyetse, mme o bone. Wena Morena, Modimo wa mabotho, Modimo wa Iseraele, tsoha, o otle baditjhaba bohle, o se ke wa hauhela le ya mong, le ya mong wa mahlabaphiyo ao. Kamehla ba kgutla ka phirimana, ba rore sa dintja, ba solle hara motse. Ke bao ba bebera haholo, ka melomong ya bona ho tswa disabole, mme ba re: “Ke mang ya re utlwang?” Empa wena Morena, o a ba tsheha, o soma baditjhaba bohle. Wena o leng matla a ka, ke shebile wena, hobane Modimo ke qhobosheane ya ka. Modimo ya nkgauhelang o tla nthusetsa, Modimo o tla etsa hore ke telle ba ntaletseng. O se ke wa ba bolaya, esere tjhaba sa heso sa lebala; o ba qhale ka matla a hao, o ba dihe, wena Morena, thebe ya rona. Sebe sa bona ke mantswe a bona, mantswe a tswang melomong ya bona; ba tshwaswe ke boikgohomoso ba bona, ka baka la dithohako le wona mashano ao ba a buang. Ba fedise ka kgalefo ya hao; ba fedise, ba se hlole ba eba teng, ba tle ba tsebe hore Modimo o a busa, o busa ntlo ya Jakobo, ho isa dipheletsong tsa lefatshe. Kamehla ba kgutla ka phirimana, ba rore sa dintja, ba solle hara motse, ba shote, ba batle dijo, ba komakome ha ba sa kgore. Ha e le nna ke tla bina, ke rorise matla a hao, e sa le hosasa ke tla bolela, ke bolele tsa mohau wa hao ke di bolele ka mehoo ya thabo, hobane o bile qhobosheane ya ka, o bile setshabelo sa ka mohla tsatsi la matshwenyeho a ka. Wena o leng matla a ka, ke tla o roka, hobane Modimo ke qhobosheane ya ka, ke Modimo ya nkgauhelang. Pesalema ya Davida, e nang le thuto. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka mmino wa sefela sa “Mohaladitwe wa bopaki”. Ke ya mohla Davida a neng a lwana le Baarame ba Naharaime le ba Soba, ha Joabe a kgutlela ho ya hlola Baedomo ba kete tse leshome le metso e mmedi Kgohlong ya Letswai. Modimo, o re lahlile, o re ripitlile; o ne o halefile, empa jwale ako kgutle, o kgutlele ho rona. O reketlisitse lefatshe, wa le petsola; ako thibe mapatso a lona, hobane le a qhehemana. O bontshitse tjhaba sa hao bothata, O re nwesitse jwala bo re tsekedisang. O mokgele ho ba o tshabang, hore ba phonyohe metsu ya sera, baratuwa ba hao ba tle ba lopollwe. Re pholose ka letsoho la hao le letona, re pholose, o be o re utlwe. Modimo o buile a le Sehalalelong sa hae, o buile a le ho sona, a re: “Ke nyakaletse, ke tla arola Shekeme, ke sehe kgohlo ya Sukote dikoto. Gileade ke ya ka, le Manase ke ya ka, Efraime ke katiba ya ka ya tshepe, Juda yena ke lere la ka la puso. Moabe ke lefiso la ho itlhatswetsa, leo ke itlhatswetsang ho lona, Edomo yona ke tla e hapa, Filesitiya teng ke tla etsa ditlatse tsa tlholo.” Ke mang ya tla nkisa motseng, motseng wa diqhobosheane? Ke mang ya tla mphihlisa Edomo, ha e le moo wena, Modimo, o re lahlile, o se o sa tswe le mabotho a rona? Ako re thusetse direng tsa rona, hobane thuso ya motho ke lefeela. Ka thuso ya Modimo re tla lwana senna, ke yena ya tla hatakela dira tsa rona. Pesalema ya Davida. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka diletsa tsa dikgwele. Modimo, ako utlwe sello sa ka, ako mamele thapelo ya ka. Ke ipiletsa ho wena ke le pheletsong tsa lefatshe, pelo ya ka e saretswe. O ntlhwesetse lefikeng leo ke sitwang ho le hlwa, hobane o setshabelo sa ka, qhobosheane e matla mahlong a dira tsa ka. A nke ke dule ka Tempeleng ya hao kamehla, ke tle ke tshabele tlasa mapheo a hao. Wena Modimo, o amohetse dikano tsa ka; ba tshabang lebitso la hao o ba fa seo ba se lakatsang. Ekeletsa kgosi matsatsi a bophelo, dilemo tsa yona di akaretse le meloko e tlang. E ke e dule teroneng kamehla le mehla, e dule kapele ho Modimo; mohau le nnete ya hao di ke di e boloke. Ke moo ke tla roka lebitso la hao kamehla, ha ke ntse ke phetha dikano tsa ka, ke di phetha ka matsatsi wohle. Pesalema ya Davida, e qapetsweng motsamaisi wa dibini; ya Jedutune. Ke ho Modimo feela moo moya wa ka o ka phomolang, pholoho ya ka e tswa ho yena. Ke yena feela lefika la ka, ke yena feela pholoho ya ka; ke qhobosheane ya ka, nke ke ka sisinyeha. Lona bohle, le tla nne le pheelle ho rusolla motho ho fihlela neng, leha a se a le jwaloka lerako, rako le hlephileng, le motero o nyehlileng? Ruri ba rera ho mo diha boemong ba hae bo phahameng, ba thabela leshano. Ka melomo ba hlohonolofatsa motho, empa ka dipelong ba a mo rohaka. Moya wa ka o phomola ho Modimo feela, hobane tshepo ya ka e tswa ho yena. Ke yena feela lefika la ka le pholoho ya ka; ke qhobosheane ya ka, nke ke ka sisinyeha. Pholoho ya ka e tswa ho Modimo, le tlotla ya ka e tswa ho yena, ke yena lefika la ka le matla; Modimo ke setshabelo sa ka. Mo tshepeng ka dinako tsohle, mo tshepeng lona tjhaba sa heso, mmuleleng difuba tsa lona. Modimo ke setshabelo sa rona. Bafo ke lefeela, marena ke thetso; sekaleng ba bobebe, kaofela ha bona ke lefeela. Se tshepeng ho hanyapetsa batho, se ithetseng ka ho ikgapela maruo, ka ho ikgapela maruo a ba bang; leha maruo a lona a ka eketseha, se beeng pelo tsa lona ho wona. Modimo o buile hanngwe, nna ka utlwa tsena tse pedi: Matla ke a Modimo, ke mohau ke wa hao, Morena; ke wena ya putsang motho, ho ya ka diketso tsa hae. Pesalema ya Davida, ya mohla a leng lehwatateng la Juda. Modimo, ke wena Modimo wa ka, Modimo eo ke mmatlang, moya wa ka o o nyoretswe, mmele wa ka o o hlolohetswe, jwaloka naha e omeletseng, e kgathetseng, e hlokang metsi. Ka o tadima o le Sehalalelong sa hao, ka boha matla a hao le tlotla ya hao. Mohau wa hao o molemo ho feta bophelo, molomo wa ka o tla o rorisa. Ke tla o boka ha ke ntse ke phela, ke phahamise matsoho a ka, ke a phahamisetse ho wena. Moya wa ka o tla kgora jwaloka ya jang moko le mafura, molomo wa ka o o rorise o o rorise ka dithoko tsa thabo. Ha ke ntse ke robetse ke a o hopola, ke o nahana ka dinako tsa bosiu, hobane o mothusi wa ka, ke nyakalla moriting wa mapheo a hao. Moya wa ka o o kgomaretse, tsoho la hao le letona le a ntshehetsa. Ba batlang ho timetsa bophelo ba ka ba tla theohela botebong ba lefatshe; ba tla bolawa ka sabole e bohale, mme ba jewe ke diphiri. Athe kgosi e tla thabela Modimo, bohle ba ikanang ka yena ba tla ithorisa, empa ba leshano ba tla thijwa melomo. Pesalema ya Davida, e qapetsweng motsamaisi wa dibini. Modimo, ako utlwe sello sa ka, sello sa ka sa masisapelo, o sireletse bophelo ba ka o bo sireletse ha sera se ntshosa. Mpate hole le mokgatlo, mokgatlo wa ba etsang bobe, hole le sehlopha sa ba kgopo; ba leotsang maleme a bona ba a leotsa sa disabole, ba hlabang ka mantswe a babang, mantswe a kang metsu. Ba fula ya se nang kodi ba ipatile, ba mo fula ka tsometso ba se na letswalo. Ba tiile morerong wa bona o mobe, ba rera ho tjheha maraba, ba re: “Re tla bonwa ke mang?” Ba rera bokgopo, ba re: “Re lohile mano ka bohlale.” Mehopolo ya motho ke kweetsa, le pelo ya hae ke kweetsa. Empa Modimo o ba fula ka metsu ya hae, o ba hlaba ka ho ba tsometsa. Maleme a bona a a ba timetsa; bohle ba ba bonang ba sisinya dihlooho. Jwale bohle ba tla tshaba, ba bolele mosebetsi wa Modimo, ba utlwisise ketso ya hae. Ya lokileng o tla thabela Morena, mme a tshabele ho yena; bohle ba pelo di ntle ba ithorise. Pesalema ya Davida, e qapetsweng motsamaisi wa dibini. Sefela. Modimo, o lokelwa ke thoriso, e o lokela o le Sione; dikano di phethelwa wena, wena ya utlwang thapelo. Batho bohle ba tla tla ho wena, ba tle ka baka la dibe tsa bona. Ha re imetswe ke melato, wena o a re tshwarela. Ho lehlohonolo eo o mo kgethileng, wa mo amohela, hore a tle a ahe mabaleng a hao. Re tla kgora tse molemo tsa Ntlo ya hao, tse halalelang tsa Tempele ya hao. O re arabela ka diketso tse hlollang, diketso tse hlollang tsa toka, wena Modimo, mopholosi wa rona; wena o leng tshepo ya bohle ho isa dipheletsong tsa lefatshe, le dihlekehlekeng tse hole. Ka matla a hao o hlomile dithaba, o bontsha bonatla ba hao; o kgutsisa ho tuduana ha mawatle, ho tuduana ha maqhubu a wona, le ho dumaduma ha ditjhaba. Ba ahileng dipheletsong tsa lefatshe ba tshaba dipontsho tsa hao; o etsa hore bohle ba howe ka thabo, ho tloha botjhabela ho isa bophirimela. O etela lefatshe, o a le nwesetsa, o le sitsa ka nala; noka tsa mahodimo di phename, ho fa batho dijo. Ka mokgwa oo o lokisa lefatshe, ka ho kolobisa boleme ba masimo, ho phophotha makwete a wona, ho nolofatsa mobu ka pula tsa medupe, le ho hlohonolofatsa dijalo tsa wona. O rwesa selemo mofapahlooho, mofapahlooho wa tse molemo tsa hao, mehlaleng ya hao ke nala feela. Makgulo a lehwatata a tshwetshwetha metsi, maralla a aparetswe ke thabo. Diphula di aparetswe ke mehlape, dikgohlo di tletse mabele. Tsena tsohle di howa ka thabo, di a bina. Pesalema e qapetsweng motsamaisi wa dibini. Sefela. Etsetsang Modimo ditlatse, lona ba lefatshe lohle, mo rokeng, le tlotlise lebitso la hae, le mo rorise ka mokgwa o tlotlehang. Ereng ho Modimo: “Mesebetsi ya hao e tshabeha hakaakang! Ka baka la matla a hao a maholo, dira tsa hao di a o qekisa. Lefatshe lohle le a o kgumamela, le a o roka, le roka lebitso la hao.” Tloong, le bohe mesebetsi ya Modimo: O a tshabeha diketsong tsa hae, ketsong tsa hae ho bana ba batho. O ile a apola lewatle, ha hlaha mobu o ommeng, batho ba tshela noka ka maoto; ka baka leo, a re mo thabeleng. Ka matla a hae o busa kamehla, mahlo a hae a disa ditjhaba, esere bahanyetsi ba boela ba tsoha. Bokang Modimo wa rona, lona ditjhaba, utlwahatsang thoriso ya hae. Ke yena ya re fileng bophelo, ya sa kang a tlohela maoto a rona, a a tlohella ho thella. Modimo, o ile wa re hlahloba, wa re hlwekisa seboping jwaloka silefera; wa re tshwasa ka letlowa, wa re belesa mojaro o boima; wa dumella batho ho re hata melala, ra feta hara mollo le metsi; wa ntano re kgatholla haholo. Ke tla ya tlung ya hao ke nkile setjheso, ke o phethele dikano tsa ka, tseo ke di buileng ka molomo wa ka, ka di bolela ke le matshwenyehong. Ke tla o nyehella ka ditjheso, ka ditjheso tsa phoofolo tse nonneng, le ka setjheso sa dipheleu, setjheso se monko o monate, ke o hlabele dipohwana le diphooko. Tloong, le mamele, lona bohle ba tshabang Modimo, ke le phetele seo a nketseditseng sona. Ke ipileditse ho yena ka molomo wa ka, ka mo phafa ka leleme la ka. Hoja ke ne ke dumella bobe pelong ya ka, Morena a ka be a sa nkutlwa, empa Modimo o nkutlwile, o mametse sello sa thapelo ya ka. Ho bokwe Modimo, ya sa kang a lahla thapelo ya ka, ya sa kang a ntima mohau wa hae. Pesalema. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka diletsa tsa dikgwele. Sefela. Modimo ako re hauhele, o re hlohonolofatse, o re bontshe sefahleho, fahleho se kganyang kgotso. Ditsela tsa hao di ke di tsejwe lefatsheng, ditjhaba tsohle di tsebe hore o a pholosa. Ditjhaba di ke di o boke, wena Modimo, ditjhaba tsohle di o boke. Merabe e ke e thabe, e etse ditlatse, hobane o ahlola ditjhaba ka toka; ke wena motsamaisi wa merabe lefatsheng. Ditjhaba di ke di o boke, wena Modimo, ditjhaba tsohle di o boke. Lefatshe le bile le tjhai e kgolo, Modimo, Modimo wa rona, o re hlohonolofaditse! Modimo o re hlohonolofaditse, a tshajwe ke bohle lefatsheng, ho isa dipheletsong tsa lona. Pesalema ya Davida, e qapetsweng motsamaisi wa dibini. Sefela. Modimo a ke a tsohe, dira tsa hae di qhalane, ba mo hloileng ba mmalehe. Ba nyamele jwalokaha mosi o nyamela, jwalokaha tshotso e qhibidihiswa ke mollo, ba kgopo ba timela jwalo, ba timela jwalo mahlong a Modimo. Empa ba lokileng ba a thaba, ba nyakallela Modimo, ba tlale thabo. Binelang Modimo, rokang lebitso la hae, lokisang tsela ya ya kaletseng maru. Lebitso la hae ke Morena, nyakallang mahlong a hae. Modimo ke ntata dikgutsana, ke mosireletsi wa bahlolohadi, o leahong la hae le halalelang. Ba se nang moneketsela, Modimo o ba fa bodulo, o boela o busetsa batshwaruwa boiketlong, athe bahanyetsi ba sala mahalaopeng. Modimo, mohla o neng o haola hara lehwatata, o eteletse tjhaba sa hao pele, lefatshe la na la reketla, mahodimo a nesa pula mahlong a Modimo, Modimo wa Sinai, Modimo wa Iseraele. Modimo, wa nesa pula, pula ya ditlwebelele; wa e nesetsa bao e leng lefa la hao, wa ba matlafatsa ha ba ne ba kgathetse, mohlape wa hao wa fumana bodulo teng, boo ka mohau wa hao o bo lokisitseng, wa bo lokisetsa bahlophehi. Morena a ntsha taelo, letshwele la basadi la tlisa molaetsa o reng: “Dikgosi le mabotho a tsona di balehile, di balehetse ruri!” Basadi ba setseng hae ba arola tse hapilweng. Ha lona le ne le paqame, le paqame marakong a masaka, bona ba ne ba ka maebana a apesitswe ka silefera, ao masiba a wona a phatsimang, a phatsimang sa kgauta e tshehla, ha Ya Matla wohle a ne a qhalanya dikgosi, lehlwa la kgetheha thabeng ya Salemone. Thaba ya Bashane ke thaba e telele, thaba ya Bashane ke thaba e makgeka. Lona dithaba tse makgeka, keng ha le honohela thaba, thaba eo Modimo a kgahlilweng ke yona, ho e etsa leaho la hae, moo Morena a tla aha teng, a ahe teng ka ho sa feleng? Kariki tsa Modimo tsa ntwa ke kete tsa dikete, ka tsona Morena o tlile Sehalalelong, o tlile Sehalalelong sa hae a etswa Sinai. O nyolohetse hodimo a nkile bathopuwa, a nyehellwa ka batho, esita le ka bahanyetsi. Morena Modimo a ba le leaho. Ho bokwe Morena ka matsatsi wohle, yena ya re pepang, yena Modimo, mopholosi wa rona. Modimo wa rona ke Modimo ya pholosang; Morena ke Morena wa rona, Morena ya re phemisang lefu. Modimo o tla pshatla dihlooho, a pshatle hlooho tsa dira tsa hae, mahata a dihlotho a ba kgopo. Morena o itse: “Ke tla ba lata Bashane, ke ba late le botebong ba lewatle, leoto la hao le tla hata mading a bona, dintja tsa hao di itjelle nama tsa dira.” Bohle ba bona mekoloko ya hao, Modimo, mekoloko ya Modimo wa ka, kgosi ya ka, mekoloko e kenang Sehalalelong. Kapele ke dibini, kamorao ke baletsi, hare ke thwetsana e tidinyang meropa. Bokang Modimo diphuthehong, bokang Morena dibokeng tsa Iseraele. Benjamine, kgorula, o ba eteletse pele, o latetswe ke hlopha sa mahosana, mahosana a Juda, le mahosana a Sebulone, le mahosana a Nafthali. Oho, Modimo, bontsha matla a hao, ao o re sebeleditseng ka wona. Ka baka la Tempele ya hao, Tempele e Jerusalema, dikgosi di tla o nyehella ka dimpho. Kgalema sebatana se moferong, batho ba kang mohlape wa dipoho, le manamane a wona, ba ke ba ineele, ba o tlisetse silefera; qhalanya ditjhaba tse ratang ntwa. Mahosana a tla tswa Egepeta, Kushe e phahamise matsoho, e a phahamisetse ho Modimo. Binelang Modimo, lona mebuso ya lefatshe, le roke Morena. Ke yena ya kaletseng mahodimo, mahodimo a kgalekgale; o utlwahatsa lentswe la hae, lentswe la hae le matla. Thoholetsang matla a Modimo; ke yena ya renang hodima Iseraele, matla a hae a marung. Modimo o a tshabeha Sehalalelong sa hae. Ke Modimo wa Iseraele, ya matlafatsang setjhaba sa hae haholo. Ho bokwe Modimo! Pesalema ya Davida. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka mmino wa sefela sa “Mehaladitwe”. Ako mpholose Modimo, hobane metsi a a nkgama. Ke qahilwe tebetebeng ya seretse, ha ho moo nka hatang teng, ka hata ka tsitsa. Ke fihlile kweetseng, maqhubu a nkwahetse. Ke kgathetse ke ho meketsa, ke se ke tjhele lentswe; mahlo a ka a se a fifetse ke ho nna ke lebella Modimo. Ba ntlhoileng ntle ho lebaka ba bangata, ba feta qoba tsa moriri wa ka; dira tsa mahelehele di mpheta ka matla, di ntsekisa seo ke sa se utswang. Wena Modimo, o tseba bothoto ba ka, diphoso tsa ka ha di a pateha ho wena. Ba o tshepileng ba se hlajwe ke dihlong, ka baka la ka, Morena, Morena wa mabotho; ba o batlang ba se ke ba ferekana, ka baka la ka, Modimo wa Iseraele. Ke ka baka la hao ke jereng sekgobo, fahleho sa ka se aparetsweng ke dihlong. Ke fetohile moditjhaba ho bana beso, ke se ke le ya sa tsejweng ke bareso Ho tjhesehella ntlo ya hao ho ntjele, dinyefolo tsa ba o nyefolang le nna di nkwetse hodimo. Ha ke itlhokofatsa ka ho itima dijo, hona e ba hoo ke ho nyefolelwang. Ha ke apara tse mahwashe, eba ke fetoha pale ho bona. Ba dulang kgorong tsa motse ba bua ka nna, matahwa a qapile dipina ka nna. Ke lebisa thapelo ya ka ho wena Morena, ka nako e o kgahlang, Modimo. Ako nkarabe ka mohau wa hao o moholo, le ka botshepehi ba hao bo pholosang. Nqaholle tebetebeng ya seretse, o nnamolele ho ba ntlhoileng, ke phonyohe kweetseng. Ke se ke ka nkwa ke morallo wa metsi, ka metswa ke bodiba, ka kometswa ke lebitla. Nkarabe, Morena, hobane mohau wa hao o moholo, o ntadime ho ya ka boholo, boholo ba lerato la hao. O se ke wa pata sefahleho sa hao, wa se patela mohlanka wa hao, o nkarabe kapele, hobane ke matshwenyehong. Atamela ho nna, o mpholose, o ntopolle ka baka la dira tsa ka. Wena o tseba sekgobo sa ka, le dihlong tsa ka, le ho tlontlollwa ha ka; ba ntwantshang o ba tseba kaofela. Sekgobo se hlabile pelo ya ka, ke fedile; ke ne ke lebeletse kutlwelobohloko, empa ha ke a ka ka e fumana; ka batla batshedisi, ka se ke ka ba fumana. Bakeng sa dijo ba nneile leshokgwa, ha ke nyorilwe ba nnea asene. Eka dijo tsa bona di ka ba fetohela leraba, mekete ya bona ya mahlabelo ya ba fetohela letlowa. Eka mahlo a bona a ka fifala, ba se ke ba bona, matheka a bona a nonyoloha hoyahoile. Theolela kgalefo ya hao hodima bona, mollo wa bohale ba hao o ba fumane. Leaho la bona le ke le fetohe lesupi, ho se be motho metlotlwaneng ya bona. Ba hlorisa eo o seng o mo shapile, ba eketsa bohloko ba eo o mo otlileng. Ba ekeletse bobe hodima bobe ba bona, ba se ke ba fumanwa ke wena ba lokile; ba hlakolwe bukeng ya bophelo, ba se ke ba ngolwa le ba lokileng. Ha e le nna ke hlophehile, ke a opelwa; oho, Modimo, mpholose, ke boele ke tsohe. Ke tla rorisa lebitso la Modimo ka sefela, ke le phafe ka teboho. Hona ho tla kgahlisa Morena ho feta hlabelo sa dipohwana, sa pohwana tse dinaka, pohwana tse dikgolana. Ba eisehang ba tla bona, ba thabe; lona, ba batlang Modimo, betang dipelo. Morena o utlwa mafutsana, ha a kgese batho ba hae ba ditlamong. Mahodimo le lefatshe di ke di mo rorise, le mawatle le tsohle tse sesang ho wona; hobane Modimo o tla pholosa Sione, a tsose metse ya Juda: hore batho ba tle ba ahe ho yona, e be lefa la bona. Ditloholo tsa bahlanka ba hae di tla e ja lefa, ba ratang lebitso la hae ba tla phela ho yona. Pesalema ya Davida, ya kgopotso, e qapetsweng motsamaisi wa dibini. Oho, Modimo, ako ntopolle; oho, Morena, ako potlakele ho nthusa. Ba tsomileng bophelo ba ka ba ke ba hlajwe ke dihlong, ba ferekane; ba ntakaletsang bobe ba ke ba tjhetjhe, ba tlontlolohe. Ba ke ba kgutliswe ke ho tlontloloha, bana ba reng ka nna: “Aha! Aha!” Bohle ba o batlang ba ke ba nyakalle, ba o thabele. Ba ratang ho pholoswa ke wena ba nne ba re: “Modimo o moholo!” Ha e le nna ke mohlophehi le mofutsana: Oho, Modimo, ako mpotlakele. Ke wena mothusi le molopolli wa ka; oho, Morena, se diehe. Ke tshabela ho wena Morena, ke tle ke se ke ka hlajwa ke dihlong ka hlajwa ke dihlong le ka mohla. Ako nnamolele ka ho loka ha hao, nnamolele o ntopolle; o ntshekehele tsebe, o mpholose. Eba lehaha leo ke tshabelang ho lona, leo nka tshabelang ho lona kamehla; o se o laetse hore ke pholoswe, wena lefika la ka le qhobosheane ya ka. Modimo wa ka, ako nnamolele, o nnamolele matsohong a ya kgopo, diatleng tsa ya sa lokang, tsa ya sehloho. Morena, Morena wa ka, o tshepo ya ka, ke o tshepile ho tloha botjheng ba ka. O ntsheheditse ho tloha tswalong ya ka, wa ntshireletsa ho tloha popelong ya mme; nke ke ka kgaotsa ho o rorisa. Ke jwaloka mohlolo ho ba bangata, empa wena o setshabelo sa ka sa nnete. Molomong wa ka ho tletse thoriso ya hao, le tlotliso ya hao kamehla. Se ntahle boqhekung ba ka, o se mphuralle ha matla a mpheletse; hobane dira tsa ka di bua ka nna, ba ntaletseng ba a nthera, ba re: “Modimo o mo furaletse, mo lelekiseng, le mo tshware, hobane ha ho ya tla mo namolela.” Modimo, se be hole le nna, Modimo wa ka, ako potlakele ho nthusa. Ba ntwantshang ba ke ba hlajwe ke dihlong, ba ke ba hlajwe ke dihlong, ba timele; ba ntakaletsang bobe ba ke ba fetohe sekgobo, ba fetohe sekgobo, ba tlontlolohe. Empa nna nke ke ka kgaotsa ho o tshepa, ke tla eketsa ho o rorisa. Molomo wa ka o tla bolela tsa ho loka, o bolele tsa ho loka ha hao, le tsa ho pholosa ha hao kamehla, le hoja nke ke ka tseba ho di bala. Ke tla bua ka tsa matla a hao, wena Morena, Morena wa ka, ke hopotse batho tsa ho loka ha hao, ho loka hoo e leng ha hao feela. Modimo, o nthutile wa nthuta ho tloha botjheng ba ka, mme ho fihlela jwale ke ntse ke tumisa dimakatso tsa hao. Jwale ha ke se ke le leqheku, hlooho e se e le putswa, oho, Modimo, o se ke wa mphuralla, ho fihlela ke senolela meloko yohle e tlang tsa matla a hao le tsa bonatla ba hao, le tsa ho loka ha hao, ho fihlang hodimodimo, wena Modimo. O entse tse kgolo, Modimo; ke mang ya tshwanang le wena? Le hoja o nkutlwisitse matshwenyeho, matshwenyeho a mangata, a bohloko, o tla boela o mmatlafatse, o boele o nnyolle botebong ba lefatshe; o nkgodise ho feta pele, o nne o ntshedise hape. Jwale nna ke tla o boka ka seletsa, ka baka la botshepehi ba hao, wena Modimo wa ka; ke o roke ka harepa, wena Ya Halalelang wa Iseraele. Molomo wa ka o tla howa ka thabo, o howe ha ke o roka, le wona moya wa ka oo o o lopolotseng. Leleme la ka le tla bolela tsa ho loka, le bolele tsa ho loka ha hao kamehla, ba ntakaletsang bobe ba tlontlolohe, ba tlontlolohe, ba ferekane. Pesalema ya Solomone. Oho, Modimo, etsa hore kgosi e ahlole, e ke e ahlole ka toka, o nee mora kgosi ho loka ha hao, a tle ahlolele tjhaba sa hao, a se ahlolele ka ho loka, le mafutsana a hao ka toka. Dithaba di ke di tlise kgotso, di e tlisetse setjhaba, le wona maralla a se tlisetse ho loka. Bahlophehi hara setjhaba a ba ahlolele, a pholose bana ba mafutsana, a hatakele mohatelli. A ke a phele halelele jwaloka letsatsi, le jwaloka kgwedi ho isa melokong yohle. A be jwaloka pula a nelang jwang, le jwaloka medupe e nwesetsang lefatshe. Ditshiung tsa hae ho loka ho ke ho ate, le kgotso e be ngata, ho fihlela kgwedi e fifalla ruri. A buse ho tloha lewatleng le leng ho isa ho le leng, le ho tloha Nokeng ho isa pheletsong tsa lefatshe. Ba mo lwantshang ba ke ba mo kgumamele, dira tsa hae di nyeke lerole. Dikgosi tsa Tarashishe le tsa dihlekehleke di ke di mo nyehelle, dikgosi tsa Sheba le tsa Seba di mo tlisetse dithelo. Dikgosi tsohle di itihe kapele ho yena, ditjhaba tsohle di mo sebeletse. O tla lopolla mohloki ya llang ho yena, le mohlophehi ya hlokang mothusi. Ya fokolang le ya hlokang o tla ba utlwela bohloko, a pholose bophelo ba mafutsana. O tla ba lopolla a be lopolle ho ba mamenemene, a ba lopolle le ho ba sehloho, madi a bona e tla ba a bohlokwa, e be a bohlokwa mahlong a hae. A ke a phele! A newe kgauta ya Sheba, a nne a rapellwe ho sa kgaotswe, a nne a bokwe ka matsatsi wohle. Lefatshe le ke le aparelwe ke koro, e ekethehe qhoweng tsa dithaba, tjhai e be jwaloka ya Lebanone; metseng ho tlale batho, ba be jwaloka jwang ba naha, jwang bo tlokomang. Lebitso la hae le se ke la lebalwa, le se ke la lebalwa le ka mohla, le hopolwe ha letsatsi le ntse le tjhaba. Ditjhaba tsohle di ke di hlohonolofale, di hlohonolofale ka baka la hae, merabe yohle e mmitse ya lehlohonolo. Ho bokwe Morena, Modimo wa Iseraele, e leng yena a inotshi ya etsang dimakatso. Lebitso la hae le tlotlehang le bokwe, le bokwe kamehla le mehla, lefatshe lohle le tlale tlotla ya hae. A ho be jwalo! A ho be jwalo! Dithapelo tsa Davida, mora Jese, di fella mona. Pesalema ya Asafo. Ruri Modimo o molemo ho Iseraele, e, le ho ba pelo di hlwekileng. Empa nna, ke batlile ke kgothometseha, maoto a ka a batlile a thella; hobane ke ne ke honohela baikakasi, ha ke bona katleho ya ba kgopo. Bona ha ba na matshwenyeho, mmele ya bona e shahlile, ba nonne. Ha ba na dikgathatso jwaloka ba bang, mme ha ba otlwe jwaloka ba bang. Ka baka leo, boikgohomoso ke sefaha, ke sefaha melaleng ya bona, sehloho ke seaparo seo ba se apereng. Mahlo a bona a rotolohile ke mafura, ka dipelong ba tletse mehopolo ya bowatla. Ba a tlaka, mme ba bua tse mpe, ba sokela batho ka boikgantsho. Melomo ya bona e nyefola tsa lehodimo, maleme a bona a bebera tsa lefatshe. Kahoo setjhaba sa ka se ba sala morao, se inyorolla ka metsi a mehopeng ya bona. ba re: “Modimo a ka tseba jwang? Na tsebo e teng ho Ya Hodimodimo?” Ba kgopo ba jwalo; kamehla ba qhwaolla dikobo, ba ikatisetsa maruo. Ho thusang ho hlwekisa pelo ya ka, le ho hlokisa matsoho a ka molato, ha e le moo ke otlwa ka matsatsi wohle, ke otlwa hoseng ho hong le ho hong? Hoja nkile ka re: “Ke tla bua jwaloka bona,” nka be ke kgelohile molokong, molokong wa bana ba hao. Ha ke ntse ke nahanahana, ke nahana hore ke utlwisise tsena, ka fumana e le ntho e thata, ho fihlela ke ba ke kena Sehalalelong, Sehalalelong sa Modimo, mme ke utlwisisa seo qetello ya ba kgopo e tla ba sona. Ruri o ba beile moo ho thellang, wa ba dihela hore ba ye timelong; ba fetoha lesupi ka ho panya ha ntshi, ba fedile, qetello ya bona ke e tshosang. Morena, jwalokaha toro e fela, e fela ha motho a phaphama, le wena ha o tsoha o fedisa seriti sa bona. Ha pelo ya ka e ne e utlwile bohloko, mme maikutlo a ka a hlabehile, ka ba lewatla, ka hloka kutlwisiso, ka ba jwaloka phoofolo mahlong a hao. Empa leha ho le jwalo, ke na le wena kamehla, o ntshwere ka letsoho le letona. O ntsamaisa ka keletso ya hao, mme qetellong o tla nkamohela ka tlotla. Nka ba le mang lehodimong haese wena? Ha ke ena le wena, ha ke sa lakatsa letho lefatsheng. Leha mmele wa ka le pelo ya ka di ka fela, Modimo ke lefika la ka le kabelo ya ka kamehla. Ha e le ba ikarohantseng le wena, bona ba tla timela; o fedisa bohle ba sa tshepahaleng ho wena. Empa ho nna ho ba haufi le Modimo, ke ntho yona e molemo. Ke ikgethetse Morena, Morena wa ka, ho ba setshabelo sa ka, ke tle ke bolele mesebetsi ya hae yohle. Thothokiso ya Asafo, e nang le thuto. Modimo, na o re lahletse ruri? Keng ha o halefela mohlape, mohlape wa makgulo a hao, o o halefela ka bohale bo tukang? Ako hopole phutheho ya hao eo e bileng leruo la hao, leruo la hao ho tloha kgale, eo o e lopolotseng, moloko oo e leng lefa la hao; le thaba ya Sione eo o ahileng ho yona. Lebisa mehato ya hao dithakong, dithakong tseo tsa kgale, sera se sentse tsohle tse ka Sehalalelong. Ba o lwantshang ba puruma, ba puruma ba le Sehalalelong sa hao, ba hlomile mekgele ya bona, ba e hloma e le pontsho ya tlholo. Ba tshwana le ba kenang morung, ba kenang teng ka dilepe; mekgabiso yohle ya yona ya lehong, ba e pshatlile ka dikwakwa, ba e pshatla le ka dikoto. Ba tjhesitse Sehalalelo sa hao, ba heletsa, ba tlontlolla Leaho la hao. Ka dipelong tsa bona ba itse: “A re ba hatakeleng kaofela ha bona, re tjhese dibaka tsohle tsa phutheho, tsa phutheho ya Modimo naheng ena.” Ha re sa na pontsho tse tswang ho Modimo, ha ho sa le moporofeta; hara rona ha ho le ya mong ya tsebang hore ho tla ba jwalo ho fihlela neng. Modimo, ya o lwantshang, o tla o nyefola ho fihlela neng? Na sera se tla o nyedisa, se nyedise lebitso la hao kamehla? O sa tshwaretseng letsoho la hao? O patetseng letsoho la hao le letona, wa le pata sefubeng sa hao? Athe Modimo, o kgosi ya ka ho tloha mehleng ya kgale, wena mohlodi wa topollo lefatsheng. Ke wena ya ileng a arohanya lewatle, wa le arohanya ka matla a hao, wa pshatla hlooho tsa dikganyapa, wa di pshatela lewatleng. wa di thuakanya dihlooho, wa di abela ditlhapi e be dijo tsa tsona. Ke wena ya ileng a bulela didiba, wa bulela le dinokana, wa pshesa dinoka tse phallang kamehla. Motsheare ke wa hao, le bosiu ke ba hao; kgwedi le letsatsi o di beile, wa di bea madulong a tsona. Ke wena ya ileng a seha meedi, wa seha meedi yohle ya lefatshe, lehlabula le mariha di entswe ke wena. Morena, ako hopole kamoo sera se o nyefolang kateng, kamoo setjhaba sa dithoto se nyedisang lebitso la hao kateng. Se neele sebata moya wa Leeba la hao, bophelo ba mafutsana a hao o se bo leballe ruri. Ako hopole selekane sa hao, hobane diqhobo tsohle tsa naha di tletse ba sehloho. Ya hatellwang a se ke a hlajwa ke dihlong, mohlophehi le mofutsana ba rorise lebitso la hao. Tsoha Modimo, o itwanele, hopola hore sethoto se a o nyefola, se o nyefola ka matsatsi wohle. Se lebale ho rora ha ba o lwantshang, ho eketseha ha lerata la ba o tsohelang matla. Pesalema ya Asafo. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka mmino wa sefela sa “O se ke wa senya”. Sefela. Re a o boka Modimo, re a o boka, rona ba rapelang lebitso la hao, ba bolelang dimakatso tsa hao. “Ka nako eo ke e beileng,” ho rialo Modimo, “ke nna ya tla ahlola ka ho loka. Leha lefatshe le ka thothomela le bohle ba ahileng ho lona, ke nna ya tiisitseng ditshiya tsa lona. Ke itse ho baikakasi: Le se ke la ikakasa, ho ba kgopo ka re: Le se ke la kgantsha matla; le se ke la kgantsha matla hakaalo, kapa la bua le sataladitse melala. ” Kahlolo ha e tswe botjhabela, kapa ha e tswe bophirimela, leha e le lehwatateng kapa dithabeng. Ke Modimo ya ahlolang: O kokobetsa e mong, a phahamise e mong. Ka letsohong Morena o tshwere mohope o phophomang veine e lomosehileng. O qhatsetsa bohle ba kgopo ba lefatshe; ba a nwa, ba minyeletsa le maritsa. Empa nna ke tla mo fapha kamehla, ke roke Modimo wa Jakobo. O tla fedisa matla wohle a ba kgopo, mme ba lokileng ba tla matlafala. Pesalema ya Asafo. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka diletsa tsa dikgwele. Sefela. Modimo o a tsejwa naheng ya Juda, lebitso la hae le leholo Iseraeleng. Motlotlwane wa hae o Salema, leaho la hae le Sione. Ke moo a robileng metsu, metsu e bebang ya seqha, le thebe, le sabole, le hlomo tsa ntwa. O kganya hakaakang, o tlotleha hakaakang, ha o kgutla dithabeng tsa tlholo! Dinatla di hlakotswe kgapo ya tsona, tsa robala boroko ba lefu; bahlabani bohle ba sitilwe ho itwanela. Yare ha o kgalemela, wena Modimo wa Jakobo, dikariki le dipere tsa ntwa tsa fetoha, tsa fetoha diemahale. Wena, o a tshabeha! Ke mang ya ka emang kapele ho wena, a ema teng ha o halefile? O dihile kahlolo o le lehodimong, lefatshe la tshoha, la kgutsa, ha Modimo a ema ho ahlola bohle, le ho pholosa bohle, bohle ba eisehang ba lefatshe. Kgalefo ya batho e tla o fetohela thoriso, ba phonyohileng kgalefo ya hao ba tla o etsetsa mekete. Etsang dikano, le di etsetse Morena Modimo wa lona, le be le di phethe; ditjhaba tsohle tse kamathoko di nyehelle Ya Tshajwang, yena ya fedisang boikgohomoso, boikgohomoso ba mahosana, yena ya tshajwang ke dikgosi tsa lefatshe. Pesalema ya Asafo, e qapetsweng motsamaisi wa dibini; ya Jedutune. Sello sa ka se nyolohela ho Modimo, ke llela ho yena; sello sa ka se nyolohela ho Modimo, o tla ntshekehela tsebe. Mohla ke neng ke le matshwenyehong ka batla Morena, ka dula ke phahamisitse matsoho, Ke a phahamisitse hara bosiu, moya wa ka wa hana ho tshediseha. Ka hopola Modimo, ka fehelwa, ka nahana, moya wa ka wa sarelwa. O entse hore ke se ke ka bo hlotha, ke tshwenyehile, ke sitwa le ho bua. Ke hopola ditshiu tsa kgale, le dilemo tse ileng ke a di hopola. Bosiu ke fihlelwa ke pina pelong, ke a nahana, moya wa ka o a balabala: “Na Morena o ntahletse ruri, ha a sa tla hlola a kgahlwa ke nna? Na mohau wa hae o feletse ruri, ditshepiso tsa hae ha di sa tla phethwa, di phethelwa meloko yohle? Na Modimo o lebetse ho utlwela bohloko? Na kgalefo ya hae e thibetse rato la hae?” Jwale ke re: “Se ntlhabileng ke sena: Letsoho la Ya Hodimodimo le fetohile.” Ke hopola mesebetsi ya Morena, e, ke hopola dimakatso tsa hae, dimakatso tsa boholoholo. Ke nahana mesebetsi yohle ya hae, ke imamella diketso tsa hae tse kgolo. Modimo, ditsela tsa hao di a halalela; na modimo o teng o moholo, o moholo jwaloka wena Modimo? Wena o Modimo ya etsang dimakatso, o bonahaditse matla a hao hara ditjhaba. Ka tsoho la hao o lopolotse tjhaba sa hao, bana ba Jakobo le ba Josefa. Metsi a na a o bona, Modimo, metsi a o bona, a tuduana, madiba a tsukutleha. Maru a nesa pula, mahodimo a thwathwaretsa, mahadima a hao a tsekema kahohle. Letolo la hao la thwathwaretsa, la thwathwaretsa hara setsokotsane, mahadima a hao a bonesa lefatshe, lefatshe la reketla, la sisinyeha. Tsela ya hao ya tsamaya lewatleng, le tselana tsa hao hara bodiba; empa ha ho ya boneng mohlala wa hao. O tsamaisitse setjhaba sa hao, wa se tsamaisa jwaloka mohlape, wa se tsamaisa ka letsoho la Moshe le ka letsoho la Arone. Thothokiso ya Asafo, e nang le thuto. Lona tjhaba sa ka, mamelang thuto ya ka, sekehelang dipolelo tsa ka tsebe. Molomong wa ka ho tla tswa maele, ke bolele dilotho tsa boholoholo. Tseo re di utlwileng, ra di tseba, e leng tseo re di phetetsweng, ra di phetelwa ke bo-ntata rona. Ha re na ho di patela bana ba bona, empa re tla phetela moloko o tlang dithoko tsa Morena, le matla a hae, le dimakatso tseo a di entseng. O ile a fa leloko la Jakobo ditemoso, a beela Iseraele Molao; a laela bo-ntata rona ho o tsebisa bana ba bona, hore o tle o tsejwe ke meloko e tlang, le ke ba tlang ho tswalwa, bona ba tle ba o phete ba o phetele bana ba bona, e le hore le bao ba tle ba tshepe Modimo, ba se ke ba lebala mesebetsi ya Modimo, ba mpe ba boloke melao ya hae. Ba se ke ba tshwana le bo-ntata bona, bao e bileng moloko o manganga, moloko wa befetohedi; moloko oo maikutlo a wona a neng a sa tsepama, moloko oo moya wa wona o sa tshepahaleng ho Modimo. Bana ba Efraime, leha e ne e le ditsebi ho fula ka diqha, ba na ba baleha mohla letsatsi la ntwa. Ha ba a ka ba boloka selekane, selekane sa Modimo, ba hana ho tsamaya ka Molao wa hae. Ba lebala diketso tsa hae, ba lebala le dimakatso tsa hae, tseo a ba bontshitseng tsona. Naheng ya Egepeta, thoteng tsa Sowane, a etsa dimakatso pontsheng, pontsheng ya bo-ntata bona. A phatlola lewatle ka lehare, a ba tshedisa, a emisa metsi jwaloka qubu. Motsheare a ba etella pele ka leru, bosiu bohle ka kganya ya mollo. A petsola mafika lehwatateng, a ba fa metsi a mangata, metsi a kang a bodiba; a kollisa melatswana lefikeng, a phallisa metsi jwaloka hoja ke a noka. Empa ba nna ba eketsa ho mo sitelwa, ba fetohela Ya Hodimodimo, ba mo fetohela ba le naheng e tshehla. Pelong tsa bona ba leka Modimo, ba batla dijo tseo ba di lakatsang. Ba hanyetsa Modimo, ba re: “Ebe Modimo a ka hla a tseba ho re lokisetsa dijo lehwatateng moo? Ke nnete, o ile a otla lefika, metsi a phutsalla, le dinokana tsa phorosela; ebe a ka tseba ho re fa bohobe, le ho fepa tjhaba sa hae nama?” Yare Morena ha a utlwa a halefa, malakabe a mollo a laima, a laimela ba leloko la Jakobo, kgalefo ya hae ya tlokela Iseraele; hobane ba ne ba sa dumele, ba sa dumele ho Modimo, ba sa tshepe ho pholoswa ke yena. Yaba o laela maru a mahodimo, o bula menyako ya mahodimo; a ba nesetsa manna e be dijo tsa bona, a ba nea koro ya lehodimo. Motho a ja bohobe ba mangeloi, a ba fa kgora ya dijo. Hodimo sebakeng a fokisa moya, a fokisa moya wa botjhabela, ka matla a hae a tlisa moya wa borwa; a ba nesetsa nama jwalokaha eka ke lerole, le nonyana tse fofang, jwalokaha eka ke hlabathe la lewatle, a di theolela kahara diahelo tsa bona, ho potapota ditente tsa bona, Ba eja, ba kgora haholo; a ba fa seo ba neng ba se lakatsa. Yare ba eso kgotsofatse takatso ya bona, ba sa ntse ba entse methamo, kgalefo ya Modimo ya ba wela hodimo, a bolaya dikwankwetla tsa bona, bahlankana ba Iseraele a ba rapalatsa, a ba rapalatsa fatshe. Leha ho le jwalo, ba nnile ba mo sitelwa, ba se ke ba dumela dimakatso tsa hae. Yaba o fedisa matsatsi a bona o a fetola lefeela, lemo tsa bona ya eba tsa matshabeho. Eitse ha Modimo a ba bolaya, ba qala ho mmatla, ba kgutlela ho yena, ba mmatla hape; ba boela ba hopola hore Modimo ke lefika la bona, Modimo Ya Hodimodimo ke molopolli wa bona. Ba ne ba ye ba mo qekise ka melomo ya bona, ba mo thetse ka maleme a bona; athe ba ne ba sa tshepahale, ba sa tshepahale ho yena, ba sa tshepahale selekaneng sa hae. Empa yena, ka ho ba utlwela bohloko, a ba tshwarela molato wa bona, a se ke a ba timetsa; ka makgetlo a kokobetsa kgalefo ya hae, bohale ba hae ba se ke ba tlokoma. A hopola hore ke ba nama le madi, ke moya o ikelang, moya o ke keng wa hlola o kgutla. Ke hakae ba ileng ba mo fetohela, ba mo fetohela feelleng, ba mo kgopisa lehwatateng! Ba nna ba leka Modimo kgafetsa, ba utlwisa Ya Halalelang bohloko, Ya Halalelang wa Iseraele! Ba lebala matla a letsoho la hae, le letsatsi leo ka lona a neng a ba lopolle direng tsa bona, ha a ne a etsa dipontsho tsa hae Egepeta, le dimakatso tsa hae naheng ya Sowane. A fetola metsi a dinoka tsa bona, a a fetola madi, le a melatswana ya bona, hore ba sitwe ho nwa. A ba romela diboba tsa ba loma, le dihohwana tsa ba senyetsa. Masimo a bona a a neella seboko, tholwana tsa mosebetsi wa bona, tsa jewa ke ditsie. Morara wa bona a o senya ka sefako, le fate tsa bona tsa feiye ka lebabo. Dikgomo tsa bona a di bolaya ka sefako, le mehlape ya bona ka letolo. A ba futuhela ka kgalefo e tukang, ka bohale, le makwebeta, le ka matshwenyeho; a ba romela mangeloi a timetsang. A se ke a kokobetsa kgalefo ya hae, leha e le ho ba phemisa lefu; a ba bolaya ka lefu la sewa. A bolaya matsibolo wohle a Egepeta, bana ba matswathaka, ba metlotlwane ya Kama. Jwale a kganna tjhaba sa hae, a se kganna jwaloka dinku, a se tsamaisa lehwatateng, a se tsamaisa jwaloka mohlape. A ba etella pele ba sireletsehile, tshabo ba se na yona, dira tsa bona tsa kwahelwa ke lewatle. A ba fihlisa naheng ya hae, naheng e halalelang, le thabeng eo a ikgapetseng yona, a e hapa ka tsoho la hae le letona. A leleka ditjhaba pela bona, a ba sehela moo e tla ba lefa la bona, a ahisa meloko ya Iseraele, a e ahisa metlotlwaneng ya tsona. Empa ba leka Modimo Ya Hodimodimo, ba mo leka ka ho mo fetohela, ba se ke ba mamela ditemoso tsa hae; ba kweneha, ba hloka botshepehi, ba bo hloka jwaloka bo-ntata bona, ba kgutlalla jwaloka seqha se sa tiyang. Ba mo phephetsa ka ho ikahela dibaka tsa borapedi, ba mmakela lefufa ka medimo ya bona, medimo ya bona ya bohata. Ha Modimo a bona hoo, a halefa; a lahla Iseraele ho hang. Yaba o furalla Leaho la hae la Shilo, e leng tente eo a neng a e hlomile, a e hlomile hara batho. Areka ya selekane sa hae a e tlohela, a e tlohella ho haptjwa, areka e bonahatsang tlotla ya hae ya wela matsohong a sera. A tlohela tjhaba sa hae, a se tlohella ho bolawa ka sabole, a halefela bao e leng lefa la hae. Mollo wa timetsa bahlankana ba bona, barwetsana ba se ke ba binelwa, ba binelwa pina tsa lenyalo. Baprista ba bona ba bolawa ka sabole, bahlolohadi ba se ke ba bina, ba bina kodi-ya-malla. Jwale Morena a phaphama jwalokaha eka o ne a kgalehile, jwaloka mohale ya neng a tahilwe. A otla dira tsa hae dibonong, tsa hlajwa ke dihlong ka ho sa feleng. Yaba o lahla motlotlwane wa Josefa, leloko la Efraime a se ke a le kgetha; empa a kgetha leloko la Juda, thaba ya Sione eo a e ratang. A haha Sehalalelo sa hae a se haha jwaloka leaho la lehodimo, jwaloka lefatshe leo a le theileng, a e theetseng mehla yohle. A kgetha Davida, mohlanka wa hae, a mo tlosa masakeng a dinku, a mo tlohedisa nku tsa ditswetse, a mo disisa leloko la Jakobo, tjhaba sa hae, Iseraele eo e leng lefa la hae. Davida a ba disa ka pelo e se nang kodi, a ba tsamaisa ka letsoho le bohlale. Pesalema ya Asafo. Morena, baditjhaba ba kene, ba kene hara lefa la hao, ba silafaditse Tempele, Tempele ya hao e halalelang, ba fetotse Jerusalema lesupi. Ditopo tsa bahlanka ba hao ba di abetse nonyana tse fofang, ditopo tsa batshepuwa ba hao ba di abetse batana tsa naha. Ba tsholotse madi a bona jwaloka metsi hohle Jerusalema, mme ha ho ya ba epelang. Re sekgobo ho bao re ahisaneng le bona, re pale le sesomo ho ba re potapotileng. Morena, o tla re halefela ho fihlela neng? Lefufa la hao le tla nne le tuke, le tuke jwaloka mollo ho fihlela neng? Theolela kgalefo ya hao hodima baditjhaba, baditjhaba bana ba sa o tsebeng, le hodima mebuso ena, mebuso e sa rapeleng lebitso la hao; hobane di metsitse leloko la Jakobo, di fetotse leaho la lona lesupi. O se ke wa re balla melato, melato ya bo-ntata rona, o mpe o re kgahlanyetse kapele, o re kgahlanyetse ka lerato la hao, hobane re nyenyefaditswe haholo. Ako re thuse, Modimo, wena mopholosi wa rona, bitso la hao le tle le tlotliswe; ako re namolele, mme o re tshwarele dibe ka baka la lebitso la hao. Ke hobaneng ha baditjhaba ba tla re: “O kae Modimo wa bona?” A re ke re bone ka mahlo a rona ha o phetetsa madi a bahlanka ba hao, madi a tsholotsweng ke baditjhaba. Mefehelo ya batshwaruwa e ke e finyelle ho wena, ka matla a letsoho la hao ako pholose ba ahloletsweng lefu. Morena, bao re ahisaneng le bona o ke o ba buseletse hasupa dinyefolo tseo ba o nyefotseng ka tsona. Empa rona setjhaba sa hao, mohlape wa makgulo a hao, re tla o boka kamehla, re phetele meloko yohle dithoko tsa hao. Pesalema ya Asafo, ya bopaki. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka mmino wa sefela sa “Mehaladitwe”. Oho, modisa wa Iseraele, ako re sekehele tsebe; wena ya tsamaisang leloko la Josefa, ya le tsamaisang jwaloka mohlape, wena ya dutseng hodima dikerubime, ako iponahatse ho Efraime, le ho Benjamine, le ho Manase. Bontsha matla a hao, o re pholose. Oho, Modimo, ako boele o re tsose, o re bontshe sefahleho se kganyang kgotso, re tle re pholohe. Morena, Modimo wa mabotho, o tla re halefela ho fihlela neng, rona tjhaba sa hao se o rapelang? O se phedisa ka dikgapha jwalokaha eka ke bohobe, o se nwesa meokgo e mengata. O re entse sesosa sa ditsekisano tsa bao re ahisaneng le bona, dira tsa rona di a re soma. Oho, Modimo wa mabotho, ako boele o re tsose, o re bontshe sefahleho se kganyang kgotso, re tle re pholohe. O ile wa hlomola morara Egepeta, wa tla o hloma moo, moo o lelekileng ditjhaba teng. O ile wa o lokisetsa mobu, metso ya teba, yaba wona o tlala naha. Moriti wa wona wa kwahela dithaba, mahlaku a kwahela difate, fate tsa dikedare tse telelehadi. Makala a wona a nama, a nama ho ya fihla Lewatleng, mahlomela a ya fihla Nokeng. Keng ha o dihile metero ya wona, hore o tle o ikgellwe ke mofetakatsela, o tle o fatakwe ke kolobemoru, o jewe ke batana tsa naha? Oho, Modimo wa mabotho, ako boele o kgutle; ako tadime o le mahodimong, o bone, o hlokomele morara ona. Sireletsa se hlomilweng ke tsoho la hao le letona, mora eo o ikgodiseditseng yena. Ba o tjhesitseng ka mollo, ba o remileng, ba ke ba timetswe ke kgalefo, kgalefo ya fahleho sa hao. Tsoho la hao le ke le be hodima mokgethwa wa hao, mora eo o ikgodiseditseng yena. Jwale ha re sa tla hlola re o furalla, ako boele o re phedise, re tle re rapele lebitso la hao. Oho, Morena, Modimo wa mabotho, ako boele o re tsose, o re bontshe sefahleho se kganyang kgotso, re tle re pholohe. Pesalema ya Asafo. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka ditolotolo. Tshelang Modimo ka ditlatse, ke yena matla a rona; etsetsang Modimo wa Jakobo mehoo, mo etsetseng mehoo ya thabo. Phokolang pina, le tidinye meropa, le letse harepa, le letse le seletsa se modumo o monate. Letsang lenaka ha kgwedi e thwasitse, leha e tolokile, mohla mokete wa rona. Ke molao wa Iseraele, ke taelo ya Modimo wa Jakobo; ke temoso eo a neng a e nee leloko, a e nea leloko la Josefa, mohla le tswang naheng ya Egepeta. Ka utlwa lentswe ke sa le tsebe, le re: “Ke tlositse mojaro mahetleng a hao, matsoho a hao a nyahladitse seroto; ha o le matshwenyehong wa ipiletsa ho nna, mme ka o lopolla. Ka o araba ke ipatile marung a dumang, ka o nonya maikutlo metsing a Meriba. “Mamelang, ha ke le eletsa; lona setjhaba sa ka, Iseraele, hoja wa ka wa mmamela! Ho se be le modimo osele haeno, o se kgumamele modimo wa baditjhaba. Ke nna Morena, Modimo wa hao, ya neng a o ntshe naheng ya Egepeta. Ahlama, ke tle ke o fepe. “Setjhaba sa ka ha se a ka sa mamela, sa mamela lentswe la ka, Iseraele ha a a ka a nnatsa. Ka baka leo, ke ba tlohetse mangangeng a dipelo tsa bona, ba tsamaye ho latela merero ya bona. “Hoja setjhaba sa ka se ka mmamela, Iseraele a tsamaya ka ditsela tsa ka, nka be ke kokobetsa dira tsa hae, ke di kokobetsa hanghang, ke hlola ba mo lwantshang, ke ba hlola ka letsoho la ka. Bohle ba hloileng Morena ba tla tlameha ho mo hlompha, kotlo ya bona e tla ba ya mehla yohle. Empa Iseraele yena ke ne ke tla mo fepa, ke mo fepe ka koro e ntle, ke mo kgorise ka mahe a dinotshi, mahe a tswang lefikeng.” Pesalema ya Asafo. Modimo o dutse lekgotleng la bomodimo, o ahlola a le hara baahlodi. O re: “Le tla ahlola ho fihlela neng, le ntse le ahlola hampe, le nne le emele ba kgopo? Ahlolelang mofokodi ka toka, ahlolelang le kgutsana ka toka; etsetsang mohlophehi toka, le mohloki le mo etsetse yona. Lopollang mofokodi le mofutsana, le ba namolele matsohong a ba kgopo.” Ha ba na tsebo kapa kutlwisiso, ba itsamaela lefifing, ba sisinya metheo ya toka. Ke ile ka re: “Le medimo, lona bohle le bana ba Ya Hodimodimo; empa le tla shwa jwaloka batho, le we jwaloka kgosana efe kapa efe.” Thusa, Modimo, o ahlole lefatshe, hobane ditjhaba tsohle ke tsa hao. Pesalema ya Asafo. Sefela. Oho, Modimo, o se ke wa ipha tshwea; se kgutse, Modimo, se kgobe matshwafo. Bona, dira tsa hao di a rora, ba o hloileng ba tsosa mohlahla. Ba lohela setjhaba sa hao mano, ba kunuta bao o ba sireleditseng. Ba re: “Tloong, re ba fedise, e se hlole e eba setjhaba, bitso la Iseraele le se hlole le hopolwa.” Ba rerisana ba le pelonngwe, ba entse selekane ho o lwantsha: Baahi ba Edomo le Baishemaele, Bamoabe le Bahagare, Bagebale le Baamone le Baamaleke, Bafilesita le baahi ba Tire, le ba Asiria ba ikopantse le bona; ba thusana le bana ba Lota. Ako ba etse jwaloka ba Midiane, o ba etse jwaloka Sisera, le Jabine nokaneng ya Kishone, ba neng ba timele Ene-Dore, ba fetoha moitedi mobung. Etsa hore marena a bona a tshwane le Orebe le Seebe, mahosana wohle a bona a tshwane le Seba le Salemuna, ba neng ba ile ba re: “A re ikgapeleng naha ya Modimo, e be ya rona.” Oho, Modimo wa ka, ako etse hore ba tshwane le ditlhokwa setsokotsaneng, ba tshwane le mmoko moyeng. Jwalokaha mollo o tjhesa moru, le hlaha e hotetsa dithaba, ba lelekise ka sefefo sa hao jwalo, o ba tshose ka sefefo sa kganyapa. Etsa hore difahleho tsa bona di aparelwe ke dihlong, e le hore ba o batle, wena Morena. Ba ke ba hlajwe ke dihlong, ba tshohele ruri, ba tlontlolohe, mme ba timele. Ba tsebe hore ke wena feela Morena, Morena, Ya Hodimodimo ya okametseng lefatshe lohle. Pesalema ya bara ba Kora. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka setolotolo. Meaho ya hao e rateha hakaakang, wena Morena wa mabotho! Moya wa ka o motela ke ho hlolohela mabala a ntlo ya Morena; pelo ya ka le mmele wa ka di etsetsa Modimo ya phelang ditlatse. Esitana le serobele se iphumanela leaho, le lefokotsane le iphumanela sehlaha, moo le beang madinyane a lona teng, haufi le dialetare tsa hao, wena, Morena wa mabotho, kgosi ya ka, le Modimo wa ka. Ho lehlohonolo ba phelang tlung ya hao, ba sa kgaotseng ho o rorisa. Ho lehlohonolo batho bao wena o leng matla a bona, ba thabelang maeto a ho ya rapela. Ha ba feta kgohlong e omeletseng, e fetoha didiba; le yona pula ya selemo e e apesa ka mahlohonolo. Ba ntse ba matlafala ho ya pele, ha ba itlhahisa ho Modimo, Sione. Oho, Morena Modimo wa mabotho, ako utlwe thapelo ya ka, o ntshekehele tsebe, Modimo wa Jakobo. Modimo, wena thebe ya rona, ako tadime, o bone sefahleho, fahleho sa motlotsuwa wa hao. Letsatsi le le leng le hlolwang mabaleng a hao, le molemo ho feta a sekete a hlolwang hosele. Ke rata ho ba monyako wa ntlo ya Modimo wa ka, ho ena le ho phela metlotlwaneng ya ba kgopo. Morena Modimo ke qhobosheane, ke thebe ya rona, o fana ka mohau le tlotla; ha ho letho le molemo leo Morena a ka le timang ba metsamao e hlwekileng. Morena wa mabotho, ho lehlohonolo motho ya o tshepang. Pesalema ya bara ba Kora, e qapetsweng motsamaisi wa dibini. Morena, o ile wa kgahlwa, wa kgahlwa ke lefatshe la hao, wa kgutlisa ba leloko la Jakobo, wa ba kgutlisa bothopuweng. O ile wa leballa setjhaba sa hao, wa se leballa molato wa sona, wa se tshwarela dibe tsohle tsa sona. O ile wa kokobetsa bohale bohle ba hao, wa kgutla kgalefong ya hao e tukang. Ako boele o re kgutlise, Modimo, wena, mopholosi wa rona, o fedise kgalefo ya hao ho rona. Na o tla nne o re halefele kamehla? Na kgalefo ya hao e ke ke ya kgaotsa ho isa melokong e tlang? Na o ke ke wa boela wa re phedisa, setjhaba sa hao se tle se o thabele? Morena, ako re bontshe mohau wa hao, mme o re pholose. A nke ke utlwe seo Morena Modimo a se bolelang, hobane o tla bolella setjhaba sa hae le batshepuwa ba hae tsa kgotso, e le hore ba se ke ba kgutla, ba kgutlela bothotong ba bona. Ruri ho pholosa ha hae ho haufi le ba mo tshabang, e le hore tlotla ya hae e tle e ahe fatsheng la rona. Mohau le botshepehi di tla kopana, ho loka le kgotso di tla akana. Botshepehi bo tla ropoha lefatsheng, ho loka ho tla theoha lehodimong. Morena o tla fana ka tse molemo, fatshe la rona le be le tjhai e kgolo. Ho loka ho tla mo etella pele, kgotso e fumanwe mehlaleng ya hae. Thapelo ya Davida. Morena, ako ntshekehele tsebe, o nkarabe, hobane ke hlophehile, ke futsanehile. Ako baballe bophelo ba ka, hobane ke motshepuwa wa hao, pholosa mohlanka wa hao ya o tshepang. Ke wena Modimo wa ka, nkgauhele, Morena, ke ipiletsa ho wena kamehla. Ako thabise mohlanka wa hao; ke o rapela ka moya wa ka wohle, Morena. Wena Morena, o molemo, o a tshwarela; mohau wa hao o moholo ho bohle ba ipiletsang ho wena. Morena, sekehela thapelo ya ka tsebe, o mamele sello sa thapedi ya ka. Ha ke le matshwenyehong ke ipiletsa ho wena, mme wena o a nkaraba. Morena, ha ho ya tshwanang le wena, ya tshwanang le wena hara medimo, ha ho mesebetsi e kang ya hao. Tjhaba tsohle tseo o di bopileng di tla tla, di itihele maotong a hao Morena, di tlotlise lebitso la hao; hobane o moholo, o etsa dimakatso, ke wena Modimo o inotshi. Nthute tsela ya hao Morena, ke tle ke tsamaye nneteng ya hao; tataisetsa pelo ya ka tshabong ya lebitso la hao. Morena, Modimo wa ka, ke tla o boka ka pelo ya ka yohle, ke tlotlise lebitso la hao kamehla yohle. Ho nna mohau wa hao o moholo, ke wena ya ntopolotseng botebong ba Nqalo ya Bafu. Modimo, baikakasi ba ntsohetse matla, sehlopha sa ba sehloho se batla bophelo ba ka, ha ba na taba le wena. Empa wena Morena, o Modimo o na le kutlwelobohloko le mosa, o dieha ho halefa, o tletse mohau le botshepehi. Ako kgutlele ho nna, o nkgauhele; matlafatsa mohlanka wa hao, o pholose mora wa lekgabunyane la hao. Bonahatsa molemo wa hao ho nna, ba ntlhoileng ba hlajwe ke dihlong, ha ba bona hore wena Morena, o mothusi wa ka le motshedisi wa ka. Pesalema ya bara ba Kora. Sefela. Motse wa Modimo o theilwe hodima thaba e halalelang, Morena o rata dikgoro tsa Sione, ho feta metlotlwane yohle ya Jakobo. O bolelwa ka tse kgabane, wena motse wa Modimo, ho thwe: “Hara ditjhaba tse ntsebang ke bolela tsena: Egepeta le Babilona, Filesitiya le Tire, mmoho le Kushe; ka tsona ho thwe: Motho enwa o tswaletswe Sione. ” Ka Sione ho thwe: “Batho bohle ke bana ba Sione.” Ya Hodimodimo ke yena ya e tiisitseng. Ha Morena a bala ditjhaba, o tla ngola, a re: “Le motho enwa ke ngwana wa Sione.” Dibini le dihoba di re: “Bohle re phela ka ho wena.” Pesalema ya bara ba Kora. Sefela. Thothokiso e nang le thuto, ya Hemane wa Moesera. E qapetswe motsamaisi wa dibini. Ke ya nakong ya malwetse le matshwenyeho. Morena, wena Modimo, ke wena mopholosi wa ka, ke lla ho wena motsheare le bosiu. Thapelo ya ka e ke e fihle ho wena, o sekehele sello sa ka tsebe. Moya wa ka o teteditswe ke tse bohloko, bophelo ba ka bo dintshing, dintshing tsa Nqalo ya Bafu. Ke se ke balellwa hara ba theohelang lebitleng, ke feletswe ke matla ho hang. Ke rapaletse hara bafu, ke jwaloka babolauwa ba robetseng ka lebitleng, bao o seng o sa ba hopole, bao o seng o sa ba thuse ka letsoho la hao. O ntheoletse botebong ba lebitla, mohohlong o motshomotsho! Kgalefo ya hao e nkimetse, maqhubu wohle a hao a mpupeditse. O suthisitse balekane ba ka, wa ba suthisetsa hole le nna, o mphetotse manyala mahlong a bona; ke hlahletswe moo ke sitwang ho tswa, mahlo a ka a motela ke bohloko. Morena, ke ipiletsa ho wena, ke ipiletsa ho wena ka letsatsi le letsatsi, ke phahamisetsa matsoho a ka ho wena. Na bafu o ka ba etsetsa dimakatso? Na ba shweleng ba ka tsoha, ba o rorisa? Na mohau wa hao o tla bolelwa, o bolelwe ke ba ka mabitleng, botshepehi ba hao bo tla bolelwa, bo bolelwe ke ba leng timelong? Na dimakatso tsa hao di tla tsejwa, di tsejwe ke ba leng lefifing, le ho loka ha hao ho tsejwe, ho tsejwe fatsheng la ba lebetsweng? Empa nna ke lla ho wena Morena, thapelo ya ka e fihla ho wena e sa le hoseng. Morena, o ntahletseng na? Keng ha o mpatetse sefahleho sa hao? Esale ke le madimabe, ke batla ke eshwa, ho tloha botjheng ba ka; ke jere kotlo tsa hao tse tshabehang, ke tsiapane. Kgalefo ya hao ya nkwela hodimo, ka fediswa ke kotlo tsa hao tse tshosang; ka matsatsi wohle di mpotapotile, di mpotapotile jwaloka metsi, kaofela ha tsona di nkopetse hare. O suthisitse metswalle ya ka, le bona balekane ba ka o ba suthisitse, wa ba suthisetsa hole le nna, lefifi e se e le motswalle wa ka. Pesalema ya Etane wa Moesera, e nang le thuto. Ke tla bina tsa mohau wa Morena, ke di bine kamehla, ka molomo wa ka ke tla tsebisa meloko yohle botshepehi ba hao; hobane o itse: “Mohau wa ka o hlola kamehla yohle, botshepehi ba ka bo theilwe mahodimong. “Ke entse selekane le mokgethwa wa ka, ke hlapanyeditse Davida, mohlanka wa ka, ka re: Ke tla etsa hore leloko la hao le hlole kamehla yohle, ke tiise terone ya hao melokong yohle. ” Morena, mahodimo a a boka, a boka dimakatso tsa hao, a bolela botshepehi ba hao phuthehong ya bahalaledi. Ke mang, mahodimong, ya ka lekanngwang le Morena? Ke mang ya tshwanang le Morena, hara bara ba Modimo? Phuthehong ya bahalaledi Modimo o tshajwa haholo, o hlomphuwa haholo ke bohle ba mo teetseng hare. Morena, Modimo wa mabotho, ke mang ya kang wena? Morena, wena ya matla, botshepehi ba hao ke kobo ya hao. Ke wena ya busang lewatle le befileng, ke wena ya kgutsisang maqhubu a bilohang. Ke wena ya qhemeditseng Rahaba, wa moqhemetsa jwaloka setopo, ka tsoho la hao le matla o qhalakantse dira tsa hao. Mahodimo ke a hao, le lefatshe ke la hao; lefatshe le tsohle tse ho lona ke wena ya di theileng. Leboya le borwa ke wena ya di hlodileng, Tabore le Heremone di etsetsa lebitso la hao ditlatse. O sefea, letsoho la hao le matla; letsoho la hao le letona le phahame. Ho loka le toka ke motheo wa terone ya hao, mohau le botshepehi di o eteletse pele. Ho lehlohonolo setjhaba se tsebang ho etsa mehoo ya thabo, se tsamayang kganyeng ya sefahleho sa hao, Morena, se thabelang lebitso la hao kamehla, se phahamiswang ka baka la ho loka ha hao. Ke wena matla ao se ithorisang ka wona, o re tsosa molota ka ho rata ha hao. Thebe ya rona ke ya Morena, kgosi ya rona ke ya Ya Halalelang wa Iseraele. Wa na wa bua le batshepuwa ba hao, wa bua le bona ka pono, wa re: “Ke thusitse mohale, ka phahamisa ya kgethilweng, ya kgethilweng hara setjhaba. Ke fumane Davida, mohlanka wa ka, ka mo tlotsa ka ole ya ka e halalelang. Seatla sa ka se tla mo tshehetsa, letsoho la ka le mo matlafatse. Ha ho sera se tla mo tsometsa, le ya kgopo a ke ke a mo hlola. Ba mo lwantshang ke tla ba ripitla mahlong a hae, ke fenye ba mo hloileng. Botshepehi ba ka le mohau wa ka di tla ba le yena, ka lebitso la ka o tla tsoha molota. Ke tla namisa mmuso wa hae ho ya fihla Lewatleng, le puso ya hae ho ya fihla dinokeng. O tla re ho nna: O ntate, wena Modimo wa ka, lefika le mpholosang. Nna ke tla mo etsa letsibolo, a phahamele dikgosi tsohle, kgosi tsa lefatshe. Ke tla mo hauhela kamehla, selekane sa rona le yena e tla ba se tiileng. Ke tla etsa hore leloko la hae le hlole kamehla yohle, le terone ya hae e be teng ha mahodimo a ntse a le teng. “Haeba bara ba hae ba furalla Molao wa ka, ba sa latele dikahlolo tsa ka; ha ba tlola ditaelo tsa ka, ba sa boloke melao ya ka; ke tla ba kgalemella ditlolo tsa bona, ke ba kgalemelle tsona ka thupa, le melato ya bona ka phafa. Feela Davida nke ke ka mo amoha, ka mo amoha mohau wa ka, ka kweneha botshepehing ba ka. Nke ke ka kwenehela selekane sa ka; seo ke se buileng nke ke ka se fetohela. Ke hlapantse hanngwe feela ka lebitso la ka le halalelang: Ha nka ke ka thetsa Davida. Leloko la hae le tla hlola kamehla, terone ya hae e be teng ha letsatsi le ntse le le pela ka; e hlole kamehla jwaloka kgwedi, paki eo e tshepahalang e mahodimong.” Leha ho le jwalo, o halefetse motlotsuwa wa hao, wa mo lahla, wa mo nyedisa. O hlakotse selekane sa hao le mohlanka wa hao, wa silafatsa mofapahlooho wa hae, wa o silafatsa leroleng. O dihile metero yohle ya hae, metse ya hae e haheleditsweng wa e fetola masupi. Bo-mofetakatsela bohle ba mo hapetse tsa hae, a fetoha sesomo ho bao a ahisaneng le bona. O matlafaditse matsoho a ba mo lwantshang, wa thabisa dira tsohle tsa hae. O thithibantse bohale ba sabole ya hae, wa se ke wa mo tshehetsa ntweng. O mo amohile lere la puso, wa dihela terone ya hae fatshe. O kgutsufaditse matsatsi, matsatsi a botjha ba hae, wa etsa hore a aparelwe ke dihlong. Morena, o tla ipata ho fihlela neng? Kgalefo ya hao e tla tuka, e tuke jwaloka mollo ho fihlela neng? Morena, ako hopole bokgutshwanyane ba bophelo, hopola hore batho bohle o ba bopetse lefeela. Na motho o teng ya ka phelang, mme a se ke a shwa, ya ka itopollang matleng a Nqalo ya Bafu? Morena, o kae mohau wa hao, mohau wa hao wa pele, oo ka botshepehi ba hao o o hlapanyeditseng Davida? Ako hopole ho hlapaolwa ha bahlanka ba hao, Morena! Ke jere dinyediso tse ngata tsa ditjhaba ka sefubeng sa ka. Morena, dira tsa hao di re hlapaotse, di setse motlotsuwa wa hao morao di ntse di mo hlapaola. Ho bokwe Morena kamehla yohle! Amen. Amen. Thapelo ya Moshe, mohlanka wa Modimo. Morena, o bile setshabelo sa rona melokong yohle. Dithaba di eso be teng, le lefatshe, le tsohletsohle di eso hlahe, haesale o le Modimo ya se nang bofelo. O kgutlisetsa motho leroleng, o re: “Kgutlang, bana ba batho.” Mahlong a hao dilemo tse sekete di ka letsatsi la maobane le seng le fetile, di ka nakwana ya bosiu. O fedisa batho hanghang, e be e ke ke toro, ba ka jwang bo melang hoseng. Hoseng bo a mela, bo palese; mantsiboya bo a pona, bo omelle. Re fediswa ke kgalefo ya hao, re thothometswa ke bohale ba hao. Makgopo a rona o a a bona, dibe tsa rona tse patehileng wa di bea pontsheng ya hao. Ditshiu tsa rona tsohle di a kgutsufala, di kgutsufatswa ke bohale ba hao, dilemo tsa rona di feta jwaloka mofehelo. Ditshiu tsa ho phela ha rona ke dilemo tse mashome a supileng; ha re phela hantle, di mashome a robedi. Empa bongata ba tsona ke ba ditsietsi le mahlomola; di feta kapele, ebe re ile. Ke mang ya ka tsebang matla a bohale ba hao, le ho tshabeha ha kgalefo ya hao? Kahoo re rute ho bala ditshiu tsa rona, pelo tsa rona di tle di hlalefe. Ako boele o re hopole, Morena! O tla dieha ho fihlela neng? Qenehela bahlanka ba hao. E sa le hoseng, re sitse ka mohau wa hao, re tle re o etsetse ditlatse, re thabe ka matsatsi wohle. Ako re thabise ka matsatsi a lekanang le ao o re hlokofaditseng ka wona, le ka dilemo tse lekanang le tseo re bileng madimabe, ra ba madimabe ka tsona. Ako bonahatse mosebetsi wa hao ho bahlanka ba hao, le kganya ya hao ho bana ba bona. Morena Modimo wa rona a ke a be mosa ho rona, a atlehise mosebetsi wa matsoho a rona, e, a atlehise mosebetsi wa matsoho a rona. Ya phelang tshireletsong ya Ya Hodimodimo, ya ahileng moriting wa Ya Matla wohle, o re ho Morena: “O setshabelo sa ka le qhobosheane ya ka, Modimo wa ka eo ke mo tshepang.” Ke yena ya tla o tshwasolla lerabeng la setsomi, le lefung le timetsang la sewa. O tla o kwahela ka masiba a hae, o tshabele tlasa mapheo a hae. Botshepehi ba hae ke thebe le thejana: O ke ke wa tshaba ditshosa tsa bosiu, kapa metsu e bebang motsheare, leha e le lefu la sewa le kgukgunang lefifing, leha e le koduwa e timetsang hara mpa ya motsheare. Batho ba sekete ba ka wa, ba wa lehlakoreng la hao, le ba kete tse leshome ka letsohong la hao le letona; empa wena o ke ke wa hlahelwa ke letho. O tla bona ka mahlo a hao ha ba kgopo ba putswa. Kahobane o entse Morena setshabelo sa hao, mme Ya Hodimodimo o mo entse qhobosheane ya hao, ha ho bobe bo ka o welang hodimo, ha ho kotlo e ka atamelang motlotlwane wa hao. O tla laela mangeloi a hae, a o lebele ditseleng tsohle tsa hao. A tla o kgakeletsa ka diatla tsa wona, esere leoto la hao la kgoptjwa ke lejwe. O tla hata tau le marabe, o hatakele tawana le noha. “Kaha o a nthata, ke tla mo lopolla,” ho rialo Morena, “ke mo sireletse, hobane o tseba lebitso la ka. Ha a ipiletsa ho nna ke tla mo araba; matshwenyehong ke be le yena, ke mo lopolle, ke mo tlotlise. Ke tla mo sitsa ka ditshiu tse telele, ke mmontshe ho pholosa ha ka.” Pesalema. Sefela sa letsatsi la Sabatha. Ke hantle ho boka Morena, ho roka lebitso la hao, wena Ya Hodimodimo, ho bolela mohau wa hao e sa le hoseng, le botshepehi ba hao ka masiu wohle, ka seletsa se dikgwele tse leshome, le ka harepa, le thomo e modumo o monate. Wena Morena, o nthabisitse ka diketso tsa hao; mesebetsi ya diatla tsa hao ke e etsetsa ditlatse. Morena, mesebetsi ya hao e meholo hakaakang! Mehopolo ya hao e tebile hakaakang! Motho wa lewatla a ke ke a e tseba, sethoto se ke ke sa e utlwisisa. Leha ba bolotsana ba mela, ba mela jwaloka jwang, mme bohle ba kgopo ba atleha, ba loketse ho timella ruri. Empa wena Morena, o ya phahameng kamehla yohle. Bona dira tsa hao, Morena, bona, dira tsa hao di a timela; bohle ba kgopo ba a qhalanngwa. Empa nna o mmatlafaditse, wa mmatlafatsa jwaloka nare, wa ntlotsa ka ole e hlwekileng. Ba ntaletseng ke ba tadima ka tello, ke utlwa diboko tsa ba kgopo ba ntsohelang matla. Ya lokileng o a atleha, o atleha jwaloka sefate sa palema, o hola jwaloka sefate, fate sa kedare ya Lebanone. Ba hlomilweng ka tlung ya Morena ba tla atleha mabaleng a Modimo wa rona. Le boqhekung ba beha ditholwana, jwaloka difate tse nonneng, fate tse talana, ho bontsha hore Morena o lokile, ke lefika la ka, ha ho na bobe ho yena. Morena ke kgosi, o kgabile ka botlotlehi; matla ke seaparo sa hae le leqhama la hae. O tiisitse lefatshe, le ke ke la sisinyeha. Terone ya hao haesale e tiya ho tloha kgalekgale, haesale o le teng ho tloha mehleng ya kgalekgale. Dinoka di a tlala, Morena, dinoka di a hwasa, dinoka di a duma. O matla ho feta diaduma, diaduma tsa metsi a lewatle, o matla ho feta maqhubu a lona; Morena ya hodimodimo o matla. Ditemoso tsa hao di tshepahala haholo; ntlo ya hao e tshwanelwa ke kgalalelo, kamehla le mehla, wena Morena. Morena, wena Modimo ya phetetsang, ako iponahatse, wena Modimo ya phetetsang. Tsoha, wena moahlodi wa lefatshe, o nee baikgohomosi moputso wa bona. Ba kgopo ba tla thaba ho fihlela neng? E tla ba ho fihlela neng, Morena? Ba a hehla, ba bua ka boikakaso, bohle ba kgopo ba a ithorisa. Morena, ba hatakela setjhaba sa hao, ba hatella bao e leng lefa la hao. Ba fenetha mohlolohadi le mojaki, ba bolaya le dikgutsana. Ba re: “Morena ha a bone, Modimo wa Jakobo ha a lemohe.” Utlwisisang, lona setjhaba sa mawatla; dithoto ting! le tla hlalefa neng? Na ya entseng tsebe a ke ke a utlwa? Ya bopileng leihlo na a ke ke a bona? Na yena ya kgalemelang ditjhaba a ke ke a di otla, yena ya rutang batho bohlale? Morena o tseba mehopolo ya motho, o a tseba hore ke lefeela. Morena, ho lehlohonolo motho eo o mo kgalemelang, eo o mo rutang ka Molao wa hao, hore o tle o mo kgatholle, o mo kgatholle matsatsing a mabe, ha ba kgopo bona ba tjhekelwa lemena. Morena a ke ke a furalla tjhaba sa hae, a ke ke a lahla bao e leng lefa la hae. Dikahlolo di tla boela di etswa ka toka, bohle ba pelo di ntle ba tla e latela. Ke mang ya tla ntshireletsa ho ba kgopo? Ke mang ya tla mpuella ho ba bolotsana? Hoja Morena a se ke a nthusa, nka be ke se ke robetse lebitleng. Moo ke reng: “Leoto la ka le a thella,” mohau wa hao o a ntshehetsa, Morena. Ha pelo ya ka e touta haholo, matshediso a hao a hlabolla moya wa ka. Na o ka ba le kopano le baahlodi, baahlodi ba kgopo, ba fetolang bobe molao? Ba ikopanya mmoho ho fedisa bophelo ba ya lokileng, ba ahlolela ya se nang molato lefu. Empa Morena ke qhohosheane ya ka, Modimo wa ka ke lefika leo ke tshabelang ho lona. O tla ba buseletsa bokgopo ba bona, a ba timetse ka baka la bobe ba bona. Morena Modimo wa rona, o tla ba timetsa. Tloong, a re etsetseng Morena mehoo, re mo etsetse mehoo ya thabo, lefika le re pholosang re le etsetse ditlatse. A re itlhahiseng kapele ho yena, re itlhahise ka teboho, re mo rokeng ka mehoo ya thabo. Morena ke Modimo e moholo, ke kgosi e kgolo, e phahametseng medimo yohle. Dikgohlo tsohle tsa lefatshe di matsohong a hae, le tsona ditlhoro tsa dithaba ke tsa hae. Lewatle ke la hae, ke yena ya le entseng; lefatshe o le bopile ka diatla tsa hae. Tloong, a re itiheleng maotong a hae, re itihele ka hlompho, re weng ka mangwele kapele ho Morena, Morena, Mmopi wa rona. Ke yena Modimo wa rona, re setjhaba se diswang ke yena, re mohlape o matsohong a hae. Kajeno ha le utlwa lentswe la hae, se thatafatseng dipelo tsa lona jwaloka mohla Meriba, jwaloka mohla Masa, lehwatateng; moo bo-ntata lona ba ileng ba nteka teng, ba nnonya leha ba ne ba bone diketso tsa ka. Ka halefela moloko oo ka dilemo tse mashome a mane, ka ba ka re: “Ke setjhaba se pelo di kgelohileng, ha se tsebe ditsela tsa ka.” Yaba ke hlapanya ke halefile, ke re: “Ba ke ke ba ba ba kena ba kena phomolong ya ka.” Binelang Morena sefela se setjha, lona ba lefatshe lohle le ke le binele Morena. Binelang Morena, bokang lebitso la hae, ka letsatsi le letsatsi, phatlalatsang le phatlalatse tsa ho pholosa ha hae. Bolelang tsa tlotla ya hae hara ditjhaba, le dimakatso tsa hae hara merabe yohle. Morena o moholo, o lokelwa ke thoriso e kgolo, o tshabeha ho feta medimo yohle. Medimo yohle ya baditjhaba ke mafeelafelane, athe Morena ke yena ya entseng mahodimo. O eteletswe pele ke tlotla le botlotlehi, matla le kganya di Sehalalelong sa hae. Thoholetsang Morena, lona ditjhaba tsa mefutafuta, thoholetsang tlotla le matla a Morena. Thoholetsang tlotla e lokelang lebitso la Morena, tloong mabaleng a hae, le mo nyehelle. Kgumamelang Morena le kgabile ka tse halalelang, lefatshe lohle le thothomele, le thothomele kapele ho yena. Ereng ho baditjhaba: “Morena ke kgosi, o tiisitse lefatshe, le ke ke la sisinyeha; o ahlola ditjhaba ka ho loka.” Mahodimo a ke a thabe, lefatshe le nyakalle, lewatle le hwase le tsohle tse ka ho lona. Naha e nyakalle le tsohle tse ho yona, difate tsa meru di etse ditlatse kapele ho Morena, hobane o a tla, o tlilo ahlola lefatshe. O tla ahlola lefatshe ka toka, le ditjhaba ka nnete ya hae. Morena ke kgosi; lefatshe le ke le nyakalle, dihlekehleke tse ngata di ke di thabe. Maru a matshomatsho a mo teetse hare, ho loka le toka ke motheo, ke motheo wa terone ya hae. Mollo o mo eteletseng pele o tjhesa dira tse mo potapotileng. Mahadima a hae a bonesa lefatshe; lefatshe le a bona, mme le a thothomela. Dithaba di qhibidiha jwaloka tshotso, jwaloka tshotso kapele ho Morena, e, kapele ho Morena wa lefatshe lohle. Mahodimo a bolela ho loka ha hae, ditjhaba tsohle di bona tlotla ya hae. Bohle ba sebeletsang ditshwantsho ba ke ba hlajwe ke dihlong, bao ba ithorisang ka mafeela; medimo yohle e ke e itihele e itihele maotong a hae. Sione e utlwile, mme e a thaba, metse ya Juda e a nyakalla, ka baka la dikahlolo tsa hao, wena Morena. Wena Morena ya hodimodimo, ya phahametseng lefatshe lohle, o feta medimo yohle hole. Lona ba ratang Morena, hloyang bokgopo, o baballa bophelo ba batshepuwa ba hae, o ba namolela matsohong a ba kgopo. Lesedi le tjhabela ya lokileng, thabo ke ya ba pelo di ntle. Lona ba lokileng thabelang Morena, le boke lebitso la hae le halalelang. Pesalema. Binelang Morena sefela se setjha, hobane o entse dimakatso, o hlotse ka letsoho la hae le letona, letsoho la hae le halalelang. Morena o bonahaditse ho pholosa ha hae, a bontsha ditjhaba ho loka ha hae. O hopotse mohau wa hae le botshepehi ba hae ho ba ntlo ya Iseraele. Dipheletso tsohle tsa lefatshe di bone ho pholosa ha Modimo wa rona. Lona ba lefatshe lohle etsetsang Morena mehoo ya thabo, le tsanyaole, le mo roke ka thabo. Rokang Morena ka harepa, ka harepa le ka pina e monate, ka diterompeta le ka modumo wa lenaka; etsetsang kgosi, Morena, mehoo le mo etsetse mehoo ya thabo. Lewatle le ke le hwase le tsohle tse ka ho lona, lefatshe le bohle ba ahileng ho lona. Dinoka di ke di ope diatla, dithaba kaofela di etse ditlatse kapele ho Morena, hobane o tlilo ahlola lefatshe. O tla ahlola lefatshe ka toka, le ditjhaba ka ho loka. Morena ke kgosi, ditjhaba di a thothomela; o dutse hodima dikerubime, lefatshe le a reketla. Morena o moholo, Sione, o okametse ditjhaba tsohle. Ho bokwe lebitso la hao le leholo, le a tshabeha, le a halalela. O kgosi e matla, e ratang toka; ke wena ya theileng ho loka, wa tlisetsa leloko la Jakobo toka le ho loka. Phafang Morena, Modimo wa rona, le itihele bonamelong ba maoto a hae: O a halalela. Moshe le Arone e ne e le ba bang ba baprista ba hae, Samuele e le e mong wa ba rapelang lebitso la hae. Ba ipiletsa ho Morena, mme a ba araba, a bua le bona a le hara leru; ba boloka ditemoso tsa hae, le ditaelo tseo a ba fileng tsona. Morena Modimo wa rona, o nnile wa ba araba, wa ba Modimo ya ba tshwarelang, ya mpang a ba otla ka baka la bokgopo ba bona. Phafang Morena Modimo wa rona, le mo kgumamele thabeng, thabeng ya hae e halalelang; hobane Morena Modimo wa rona, o a halalela. Pesalema ya teboho. Lona ba lefatshe lohle etsetsang Morena mehoo ya thabo, sebeletsang Morena ka thabo, tloong kapele ho yena ka ditlatse. Tsebang hore Morena ke Modimo, o re bopile, mme re ba hae; re setjhaba sa hae, mohlape wa makgulo a hae. Kenang dikgorong tsa hae le ntse le mmoka, le mabaleng a hae le ntse le mo rorisa; mo leboheng, le boke lebitso la hae. Morena o molemo, mohau wa hae ke wa kamehla yohle, botshepehi ba hae ke bo isang melokong yohle. Pesalema ya Davida. Ke tla o binela tsa mohau le tsa toka, ke o roke, wena Morena. Ke tla tsamaya ka hloko tseleng e lokileng; ekaba o tla tla neng ho nna? Ka tlung ya ka ke tla phela ka pelo e hlwekileng, nke ke ka dumella mahlo a ka ho sheba letho le kgopo. Ke hloile diketso tsa ba kgelohileng, di ke ke tsa nkgomarela. Nke ke ka ba le bokgopo, ka le bona ka pelong ya ka, ha ke rate ho tseba letho le lebe. Ya etseletsang wa habo sephiring ke tla mo timetsa, nke ke ka mamella moikgantshi le moikgohomosi. Mahlo a ka a shebile ba tshepahalang, ba tshepahalang, ba lefatshe lena, ba tle ba ahisane le nna; ya tsamayang ka tsela e lokileng ke yena ya tla ntshebeletsa. Ya sebetsang bolotsana a ke ke a phela tlung ya ka; ya bolelang leshano a ke ke a ema kapele ho nna. Hoseng ho hong le ho hong ke tla timetsa bohle ba kgopo, ba kgopo ba lefatshe lena, ke fedise bohle ba etsang tse mpe, ba di etsang motseng wa Morena. Thapelo ya motho ya tsietsing, ya imetsweng, ya hlahisang sello sa hae kapele ho Morena. Morena, ako utlwe thapelo ya ka; sello sa ka se ke se fihle ho wena. Ha ke le matshwenyehong o se ke wa mpatela fahleho sa hao; ako ntshekehele tsebe, ha ke ipiletsa ho wena, o ke o nkarabe kapele. Ditshiu tsa ka di fela jwaloka mosi, masapo a ka a tjha sa patsi mollong. Ke otlilwe, pelo ya ka e ka jwang bo omeletseng, ke se ke lebala le ho ja. Ka baka la ho fehelwa haholo, nama ya ka e maname, e maname masapong a ka. Ke tshwana le letata la lehwatata, ke tshwana le sephooko sa dithako. Ke a hlobaela, mme ke a fehelwa, ke ka nonyana e dutseng e inotshi, e dutseng hodima sehlohlolo. Dira tsa ka di ntlaka kamehla, ba nkgalefetseng ba nyefola lebitso la ka. Ke ja molora jwaloka bohobe, seno sa ka se tswakana le meokgo, ka baka la bohale le kgalefo ya hao; hobane o ile wa mphamola, wa nto ntabanya! Ditshiu tsa ka di tshwana le meriti e theang, ke omella jwaloka jwang. Empa wena Morena, o rena kamehla yohle, o tla hopolwa ke meloko yohle. Ako tsohe, o utlwele Sione bohloko; ke nako jwale ya ho e hauhela, motsotso o fihlile. Bahlanka ba hao ba kgahlwa ke majwe a yona, ba qenehela le lerole la yona. Baditjhaba ba tla hlompha, ba hlomphe lebitso la Morena, le dikgosi tsohle tsa lefatshe di tla hlompha tlotla ya hao. Ha Morena a tsosa marako a Sione, o tla bonahatsa tlotla ya hae, a e bonahatse ho yona. O tla mamela thapelo ya ba itlhophereng; thapelo eo ya bona a ke ke a e kgesa. Tsena di ke di ngollwe moloko, moloko o tlang, hore tjhaba se tla tswalwa se tle se rorise Morena. Morena o shebile fatshe a le sehalalelong sa hae se hodimo; o tadimile lefatshe a le mahodimong. hore a utlwe mefehelo, mefehelo ya batshwaruwa, a lokolle ba ahloletsweng lefu. Jwale lebitso la Morena le tla bolelwa Sione, dithoko tsa hae Jerusalema, ha ditjhaba tsohle di phuthehile mmoho, di ena le mebuso ya tsona, ho sebeletsa Morena. O mphokodisitse ke sa le motjha, a kgutsufatsa ditshiu tsa ka. Ka ba ka re: “Modimo wa ka, o se ke wa ntlosa lefatsheng ke sa le mahareng a bophelo ba ka. Wena dilemo tsa hao di akaretsa meloko yohle. O ne o thee lefatshe kgalekgale, mahodimo ke mosebetsi wa diatla tsa hao. Tsena di tla timela, empa wena o tla sala; tsohle di tla tsofala jwaloka seaparo, o tla di lahla jwaloka seaparo, mme di tla nyamela. Empa wena haesale e le wena, dilemo tsa hao di ke ke tsa fela. Bana ba bahlanka ba hao ba tla ba le leaho le tiileng, mme ditloholo tsa bona di tla nne di be teng pela hao.” Pesalema ya Davida. Boka Morena, wena moya wa ka; botho bohle ba ka bo boke bitso la hae le halalelang. Boka Morena, wena moya wa ka; o se ke wa lebala melemo yohle ya hae. Ke yena ya o tshwarelang melato ya hao kaofela, ke yena ya o fodisang mahlokong a hao kaofela. Ke yena ya o lopollang lebitleng, ke yena ya o qhakang ka mohau, ya o qhakang le ka lerato. Ke yena ya o fepang tse molemo bophelong bohle ba hao, hore o boele o ntjhafale, o ntjhafale jwaloka ntsu. Morena o sebetsa ka ho loka, o ahlolela bohle ba hateletsweng. O ne a tsebise Moshe ditsela tsa hae, a bontsha bana ba Iseraele diketso tsa hae tse kgolo. Morena o na le kutlwelobohloko, Morena o mosa; o dieha ho halefa, o tletse mohau. Ha a re tsekise hoyahoile; ha a re jare ka pelo kamehla yohle. Ha a re otle ho ya ka dibe tsa rona, ha a re putse ho ya ka melato ya rona. Jwalokaha mahodimo a phahametse lefatshe, le mohau wa Modimo o moholo, o moholo hakaalo ho ba mo tshabang. Jwalokaha botjhabela bo le hole le bophirimela, le ditlolo tsa rona o a di suthisa, o di suthisetsa hole le yena hakaalo. Jwalokaha ntata bana a ba utlwela bohloko, ka mokgwa o jwalo le Morena o utlwela ba mo tshabang bohloko. Ke hobane yena o tseba seo re bopilweng ka sona, ha a lebale hore re lerole feela. Ditshiu tsa motho di tshwana le tsa jwang; o tlokoma jwaloka palesa ya naha; ha moya o foka hodima yona e a fela, ebe ditulo tsa yona di sala di le feela. Empa mohau wa Morena, ho ba mo tshabang, ke wa kamehla yohle, e se nang qaleho le qetello; le ho loka ha hae ho fihla le ditlohotloholwaneng tsa bona, ho ba bolokang selekane sa hae, ba hopolang ho phethahatsa ditaelo tsa hae. Morena o beile terone ya hae, o e beile mahodimong, tsohle di tlasa puso ya hae. Bokang Morena, lona mangeloi a hae, lona bahale ba phethang taelo tsa hae, ba mamelang seo a se bolelang. Bokang Morena, lona mabotho a hae wohle, lona basebeletsi ba hae ba phethang thato ya hae. Bokang Morena, lona mesebetsi ya hae yohle, hohle moo a busang teng. Boka Morena, wena moya wa ka. Boka Morena, wena moya wa ka. Morena Modimo wa ka, o moholo hakaakang! O apere tlotla le botlotlehi, o ipopile ka lesedi jwalokaha eka ke kobo. O adile mahodimo jwaloka lesela la tente, o hahile ntlo ya bokgosi ba hao kahodimo ho maru. Maru o a entse kariki ya hao, o fofa ka mapheo a moya. Meya o e entse baromuwa ba hao, mollo wa lehadima mosebeletsi wa hao. O tiisitse lefatshe hodima metheo ya lona, le ke ke la sisinyeha ho isa kgale. O le apesitse ka lewatle jwalokaha eka ke ka kobo, metsi a ne a kwahetse dithaba. Yare ha o kgaruma, metsi a baleha; ha letolo la hao le thwathwaretsa, a tutumolotseha; a theohela dikgohlong, dithaba tsa hlaha, a ya moo o a lokiseditseng teng. Wa a sehela moedi oo a ke keng a o tlola, hore a se hlole a kwahela lefatshe hape. Wa phallisetsa didiba dinokaneng tse tswedipanang hara dithaba; metsi a tsona a nowa ke phoofolo tsa naha, tonki tsa naha di itlosa lenyora teng. Nonyana tse fofang di hahetse pela tsona, di letsa melodi di le makaleng a difate. O nesetsa dithaba pula o le tlung ya bokgosi ba hao, lefatshe le kgotshe ditholwana, tholwana tsa mesebetsi ya hao. O medisetsa diphoofolo jwang, o di medisetsa le dimela hore di sebediswe ke motho, a tle a fumane dijo tsa hae mobung, le veine, ho thabisa pelo ya motho; le ole, fahleho sa hae se be moropotsana, le dijo, ho matlafatsa mmele wa hae. Difate tsa Morena di nwesetswa ke pula, dikedare tsa Lebanone tse lemilweng ke yena. Dinonyana di etsa dihlaha ho tsona, mekotatsie e phela hodima difate. Thabeng tse telele ho phela podi tsa naha, diqhobo ke setshabelo sa dipela. O entse kgwedi ho tshwaya dinako tsa selemo, letsatsi le tseba nako ya lona nako ya ho dikela. O tlisa lefifi, ebe e ba bosiu, dibatana tsa meru ebe di a solla; ditawana di purumele diphofu tsa tsona, di batle dijo tsa tsona ho Modimo. Ha tsatsi le tjhaba di a oroha, ebe di botha dilaong tsa tsona. Motho yena o ikela mosebetsing wa hae, a yo sebetsa ho fihlela mantsiboya. Morena, mesebetsi ya hao e mengata hakaakang! Tsohle o di entse ka bohlale, lefatshe le tletse dibopuwa tsa hao! Ke leo lewatle, le leholo, le batsi; ka ho lona ho nyeunya dibopuwa, dibopuwa tse se nang palo, dibopuwa tse kgolo le tse nyenyane. Teng dikepe di sesa kahohle, le leruarua leo o le bopetseng ho bapalla ka ho lona. Tsohle di lebeletse wena, hore o di fe dijo ka nako e lokelang. Ha o di fa dijo, di a di bokella; ha o fuparolla seatla, di kgora tse molemo. Ha o ipata sefahleho, di a tshoha; ha o di amoha moya wa hao, di a shwa, di boele di kgutlele leroleng. Ha o romela moya wa hao, di a hloleha, mme o ntjhafatse tshobotsi ya lefatshe. Tlotla ya Morena e nne e be teng, e be teng kamehla yohle, Morena a ke a thabele mesebetsi ya hae; yena eo ereng ha a tadima lefatshe, lefatshe le thothomele, ha a ama dithaba di foqohe mosi. Ke tla binela Morena ha ke ntse ke phela, ke roke Modimo bophelong ba ka bohle. Menahano ya ka e ke e mo kgahle; nna ke thabela Morena. Baetsadibe ba ke ba fele lefatsheng, ba kgopo ba se hlole ba eba teng. Boka Morena, wena moya wa ka. Haleluja! Bokang Morena, le rapele lebitso la hae, le tumise diketso tsa hae, le di tumise hara ditjhaba. Mmineleng, le mo roke, le nahane dimakatso tsa hae tsohle. Ithoriseng ka lebitso la hae, lebitso la hae le halalelang, pelo tsa ba batlang Morena di ke di thabe. Batlang Morena le matla a hae; le nne le batle fahleho sa hae, le se batle kamehla le mehla. Hopolang dimakatso tsa hae tseo a di entseng, mehlolo ya hae, le dikahlolo tseo a di boletseng, lona ba leloko la Aborahama, mohlanka wa hae, lona bana ba Jakobo, bao a ikgethetseng bona. Morena ke yena Modimo wa rona, ke yena ya ahlolang lefatshe lohle. Ha a lebale selekane sa hae le ka mohla, tshepiso eo a e entseng, a e etsetsa meloko e sekete; selekane seo a se entseng, a se etsa le Aborahama, le kano eo a e entseng, a e etsetsa Isaka, hore e be molao o tiileng ho Jakobo, le lekane sa kamehla yohle ho Iseraele, ha a re: “Ke tla o nea naha ya Kanana, e le lefa leo ke o abelang lona.” Ha ba ne ba sa le mmalwana, e le bajaki ba seng bakae naheng eo, ba ntse ba lelera hara ditjhaba, ba tloha mmusong o mong, ba eya ho o mong, Modimo ha a a ka a dumela, a dumella motho hore a ba tube, mme ka baka la bona a kgalema dikgosi, a re: “Le se ke la ama batlotsuwa ba ka, le se ke la etsa baporofeta ba ka hampe.” Jwale a dihela tlala lefatsheng, dijo tsohle tse ba phedisang a di fedisa; yaba o romela monna e le selelekela: Josefa a rekiswa ho ba lekgoba. Ba mo hlokofatsa ka ho mo tlama maoto ka ditshepe, ba mmofa ka mahlaahlela, ho fihlela se etsahala, seo a se boletseng e sa le pele, mme a pakwa ke lentswe la Modimo. Kgosi ya laela hore a tlamollwe, mmusi wa ditjhaba a mo lokolla. Ya mo etsa mookamedi wa lelapa la yona, le mmusi wa tsohle tseo e di ruileng, a tle a rute mahosana ho ya ka thato ya hae, a hlalefise baholo ba setjhaba sa yona. Yaba Iseraele o fallela Egepeta, Jakobo a jaka naheng ya Kama. Modimo a ngatafatsa setjhaba sa hae, a se ngatafatsa haholo, a se matlafatsa ho feta dira tsa sona. A fetola pelo tsa tsona, tsa hloya tjhaba sa hae, tsa sebetsa bahlanka ba hae ka bolotsana. A romela Moshe, mohlanka wa hae, le Arone eo a mo kgethileng. A etsa dipontsho tsa hae ka bona, le dimakatso tsa hae naheng ya Kama. A romela lefifi, mme ha fifala; empa Baegepeta ba hanyetsa, ba hanyetsa polelo tsa hae. Metsi a naha ya bona a a fetola madi, a bolaya le ditlhapi tse ho wona. Naha ya bona ya nyeunya dihohwana, esita le ka matlung a dikgosi tsa bona. A laela, ha hlaha diboba, le menwang, naheng yohle ya bona. Bakeng sa pula a ba nesetsa sefako, mollo wa lehadima wa wela naha ya bona. A senya morara wa bona le feiye, a roba difate tsa naha ya bona. A laela, ha hlaha ditsie, le bookgolane bo se nang palo. Tsa kumola jwang bohle ba naha ya bona, tsa kokona tsohle tse behwang ke naha. A bolaya matsibolo wohle a naha ya bona, bana ba bona ba matswathaka. A ntsha Baiseraele ba kakatetse, ba kakatetse silefera le kgauta, ho se ya tsiapaneng hara meloko ya bona. Egepeta ya thabela ho falla ha bona, hobane e ne e tshohile haholo. A phuphuthisa leru, la ba kwahela; mollo wa ba bonesetsa bosiu. Ba kopa, yaba o ba tlisetsa dikwekwe; a ba kgorisa ka bohobe bo tswang mahodimong. A petsola lefika, metsi a phorosela; a phalla dibataolong eka ke noka. Ke hobane o ne a hopotse tshepiso, tshepiso ya hae e halalelang, ho Aborahama, mohlanka wa hae. A ntsha setjhaba sa hae ka nyakallo, bakgethwa ba hae ka ditlatse tsa thabo. Yaba o ba nea naha tsa baditjhaba, ba ja lefa la mofufutso wa merabe eo, hore ba tle ba boloke ditaelo, ba boloke taelo tsa hae, ba hlomphe melao ya hae. Haleluja! Haleluja! Bokang Morena, hobane o molemo; mohau wa hae ke wa kamehla yohle. Ke mang ya ka bolelang ketso tse matla tsa Morena, ya ka tumisang thoriso yohle ya hae? Ho lehlohonolo ba etsang toka, ba etsang ho lokileng ka nako tsohle. Morena, ako nkgopole, ha o sitsa setjhaba sa hao, o nketele, o tlo mpholosa. A nke ke bone katleho ya bakgethwa ba hao, ke be le kabelo thabong ya setjhaba sa hao, ke tle ke ithorise mmoho le bao e leng lefa la hao. Rona le bo-ntata rona re entse dibe, re molato, re kgopo. Bo-ntata rona, ha ba sa le Egepeta, ha ba a ka ba utlwisisa dimakatso tsa hao; ba ile ba lebala mohau wa hao o moholo, ba mpa ba fetohela Ya Hodimodimo ha ba le Lewatleng la Sufe. Empa o ile a ba pholosa ka baka la lebitso la hae, hore ho tle ho bonahatswe matla a hae. A kgalemela Lewatle la Sufe, yaba le a psha; a ba tsamaisa madibeng jwalokaha eka ke sebataolong. A ba pholosa matsohong a ba ba hloileng, a ba namolela matsohong a sera. Metsi a kwahela ba ba lwantshang, ha se ke ha phonyoha le ya mong. Yaba ba qala ho kgolwa tshepiso tsa hae, ba mminela dithoko. Empa ba phakisa ho lebala, ho lebala diketso tsa hae, ba tlohela ho batla keletso ho yena. Ba mpa ba laolwa ke ditakatso tsa bona lefeelleng, ba leka Modimo ba le lehwatateng. A ba nea seo ba neng ba se kopa, A ba nea seo ba neng ba se kopa, athe o tla ba neella ka lefu le ba timetsang. Ba honohela Moshe ba le diahelong, le yena Arone, mohalaledi wa Modimo. Lefatshe la ahlama, la metsa Datane, la kwenya sehlopha sa Abirame. Mollo wa tuka hara sehlopha sa bona, malakabe a wona a tjhesa bao ba kgopo. Ha ba le Horebe, ba ipopela namane, ba kgumamela setshwantsho se bopilweng ka kgauta. Ba lahla tlotla ya Modimo, ba tlotlisa setshwantsho sa pohwana, ntho e jang jwang. Ba lebala Modimo, mopholosi wa bona, ya entseng tse kgolo Egepeta, dimakatso naheng ya Kama, le tse tshosang Lewatleng la Sufe. Yaba o re o a ba fedisa, empa Moshe, mokgethwa wa hae, a kena dipakeng, a phoka bohale ba hae hore bo se ba timetse. Ba nyedisa naha e kgahlehang, hobane ba ne ba sa kgolwe, ba sa kgolwe ditshepiso tsa hae. Ba dumaduma ba le ditenteng tsa bona, ba se ke ba mamela lentswe la Morena. A phahamisa letsoho, a ba hlapanyetsa hore o tla ba bolaela lehwatateng, a qhalanye tloholo tsa bona, a di qhalanyetse hara ditjhaba, a di qhalanyetse dinaheng. Ba kgomarela Baale wa Peore, ba eja mahlabelo a etseditsweng bafu. Ba phephetsa Modimo ka diketso tsa bona, ba welwa ke lefu la sewa. Empa Finease a ema, a ahlola ba molato, yaba lefu la sewa le a fela. Hoo a ho ballwa e le ho loka, ho isa melokong yohle, kamehla le mehla. Ba boela ba halefisa Morena, ba mo halefisa metsing a Meriba, Moshe a ba tsietsing ka baka la bona; ba kgopisa moya wa hae, hoo a bileng a bua a sa inahana. Ha ba a ka ba timetsa ditjhaba jwalokaha Morena a ne a ba laetse; ba mpa ba nyallana le baditjhaba, ba ithuta mekgwa ya bona. Ba sebeletsa medimo ya bona, medimo ya bona ya ditshwantsho, e ileng ya ba fetohela leraba. Ba etsetsa bademona mahlabelo, ka bara le baradi ba bona. Ba tsholla madi a se nang molato, madi a bara le baradi ba bona, ba ba etsa mahlabelo a medimo, medimo ya ditshwantsho ya Kanana: Naha ya silafala ke madi. Ba itshilafatsa ka mesebetsi eo ya bona, ka ketso tseo tsa bona ba kwenehela Morena. Morena a halefela setjhaba sa hae, a nyonya bao e leng lefa la hae. A ba neela matsohong a baditjhaba, ba buswe ke ba ba hloileng. Dira tsa bona tsa ba hatella, ba ba katlasa taolo ya tsona. A nna a ba lopolla ka makgetlokgetlo, ba mpa ba ikgethela ho mo tella, ba tetebela bokgopong ba bona. Jwale a tadima ho tshwenyeha ha bona, ha a utlwa sello sa bona. A hopola selekane sa hae le bona, a ba hauhela ka baka la rato la hae le leholo. A etsa hore bohle ba neng ba ba isitse bothopuweng ba ba utlwele bohloko. Morena Modimo wa rona, ako re pholose; o re phuthe, o re ntshe ditjhabeng, re tle re boke lebitso la hao, lebitso la hao le halalelang, re o rorise re le motlotlo. Ho bokwe Morena, Modimo wa Iseraele, a bokwe kamehla yohle, e se nang qaleho le qetello. Setjhaba sohle se ke se re: “A ho be jwalo!” Haleluja! Bokang Morena, hobane o molemo; mohau wa hae ke wa kamehla yohle. Ba ke ba rialo bao Morena a ba lopolotseng, a ba namolela matsohong a mohatelli; a ba phutha, a ba ntsha dinaheng tsa botjhabela le bophirimela, tsa borwa le leboya. Ba ne ba phaila lefeelleng, ba phaila lehwatateng, ba sa fumane tsela e yang motseng oo ba ka ahang ho wona, ba lapile, ba nyorilwe, ba le lekgatheng la ho idibana. Matshwenyehong a bona ba ipiletsa ho Morena, mme a ba lopolla tsietsing ya bona. A ba tsamaisa tseleng e otlolohileng, a ba isa motseng oo ba ka ahang ho wona. Ba ke ba boke Morena ka baka la mohau wa hae, le dimakatso tsa hae ho bana ba batho. O ile a tima lenyora la ba nyorilweng, a kgorisa ba lapileng ka tse molemo. Ba bang ba ne ba phela lefifing le letsholetsho, ba tlamilwe ke ditlhopheho le ke wona mahlaahlela, hoba ba fetohetse taelo tsa Modimo, ba kgesitse keletso ya Ya Hodimodimo. A ba kokobetsa ka mesebetsi e boima, ba kgothometseha, ho se ya ka ba thusang. Matshwenyehong a bona ba lla ho Morena, mme a ba pholosa tsietsing ya bona. A ba ntsha lefifing, le bodutung, a kgaola ditlamo tsa bona. Ba ke ba boke Morena ka baka la mohau wa hae, le dimakatso tsa hae ho bana ba batho. O ile a pshatla mamati a koporo, a robaka mekwallo ya tshepe. Ba bang ba thotofatswa ke metsamao ya bona e kgopo, ba hlokofatswa ka baka la melato ya bona, ba tenwa ke dijo tsohle; ba ne ba se ba le dintshing tsa lefu. Matshwenyehong a bona ba lla ho Morena, mme a ba pholosa tsietsing ya bona. A laela, mme ba fola, a ba phemisa lebitla. Ba ke ba boke Morena ka baka la mohau wa hae, le dimakatso tsa hae ho bana ba batho. Ba nyehele ka mahlabelo a teboho, ba tumise mesebetsi ya hae, ba e tumise ka mehoo ya thabo. Ba bang ba tsamaya lewatleng ka dikepe, ba hweba ka ho haola mawatle. Le bona ba bone mesebetsi ya Morena, le dimakatso tsa hae madibeng. A laela, ha tsoha sefefo, sa phahamisa maqhubu a lewatle; ba betsetswa hodimodimo, ba theolelwa tlasetlase, ba nyekelwa ke dipelo. Ba tshwarwa ke modikwadikwane, ba thekesela jwaloka matahwa, ba timellwa ke bohlale bohle. Matshwenyehong a bona ba lla ho Morena, mme a ba ntsha tsietsing ya bona. A kgutsisa sefefo, mme maqhubu a kgaotsa ho befa. Ba thaba hobane ho kgutsitse; a ba sesisetsa koung eo ba neng ba leba ho yona. Ba ke ba boke Morena ka baka la mohau wa hae, le dimakatso tsa hae ho bana ba batho. Ba mo tlotlise phuthehong ya setjhaba, ba mo rorise mokgatlong wa ba baholo. O ne a fetole dinoka lehwatata, le didiba a di fetola baka tse omeletseng. Mobu o nonneng a o fetola lenyekethe, ka baka la bokgopo ba baahi ba teng. Lehwatata a le fetola letsha la metsi, naha e tshehla a e fetola didiba. Ba lapileng a ba ahisa ho yona, ba thea motse oo ba ka ahang ho wona. Ba jala masimong, ba lema morara, kotulo ya eba kgolo. A ba hlohonolofatsa, ba ngatafala haholo, a ba atisetsa leruo la diphoofolo. Empa jwale ba qepha, ba kokobetswa, ka baka la ho imelwa ke ditsietsi le mahlomola. A theolela nyediso ho mahosana, a a sollisa lehwatateng moo ho seng tsela. Empa a ntsha mafutsana bohlophehing ba wona, a atisa malapa a wona jwaloka mohlape. Ba pelo di ntle ba bona hoo, mme ba thaba, empa ba kgopo bona ba thijwa melomo. Mang le mang ya bohlale a ke a ele tsena hloko, a ke a utlwisise ketso tsa mohau, mohau wa Morena. Pesalema ya Davida. Sefela. Pelo ya ka e matlafetse, Modimo; ke tla bina, ke o roke. Tsoha moya wa ka, tsohang, lona thomo le harepa; ke tla tsoha mafube a eso hlahe. Morena, ke tla o boka hara ditjhaba, ke o roke hara merabe; hobane mohau wa hao o moholo, o fihla mahodimong, le botshepehi ba hao bo fihla marung. Modimo, ako bontshe hore o okametse mahodimo, tlotla ya hao e phahamele lefatshe lohle. Re pholose ka letsoho la hao le letona, o re utlwe, baratuwa ba hao ba tle ba lopollwe. Modimo o buile a le sehalalelong sa hae, a re: “Ke nyakaletse, ke tla arola Shekeme, ke sehe kgohlo ya Sukote dikoto. Gileade ke ya ka, le Manase ke ya ka; Efraime ke katiba ya ka ya tshepe, Juda yena ke lere la ka la puso. Moabe ke lefiso leo ke itlhatswetsang ho lona, Edomo ke tla e hatakela ka seeta; Filesitiya teng ke tla etsa ditlatse, ke etse ditlatse tsa tlholo.” Ke mang ya tla nkisa motseng wa diqhobosheane? Ke mang ya tla mphihlisa Edomo, ha e le moo wena Modimo, o re lahlile, o se o sa tswe le mabotho a rona? Ako re thuse direng tsa rona; hobane thuso ya motho ke lefeela. Ka thuso ya Modimo re tla lwana senna, ke yena ya tla hatakela dira tsa rona. Pesalema ya Davida, e qapetsweng motsamaisi wa dibini. Modimo, wena eo ke o rorisang, o se ke wa kgutsa, hobane ba kgopo le ba leshano ba ahlamisitse melomo ho ntwantsha. Ba bua le nna ka maleme a thetsang, ba nteela hare ka dipuo tsa lehloyo, ba mphutuhela ntle ho lebaka. Ba mpuseletsa lerato la ka, ba mpuseletsa lona ka ho nqosa, leha ke ntse ke ba rapella. Ba mputsa ka bobe bakeng sa botle, le lehloyo bakeng sa lerato. Ako bee ya kgopo ho ahlola motho eo, moqosi wa hae a nne a eme ka hlakoreng la hae le letona. Ha a ahlolwa a ke a fumanwe a le molato, thapedi ya hae e nkuwe e le sebe. Ditshiu tsa hae di ke di kgutsufale, e mong a ke a nke mosebetsi wa hae. Bana ba hae e ke be dikgutsana, le mosadi wa hae e be mohlolohadi. Bana ba hae ba lelere, e be mekopakopa, ba lelekwe thakong tsa habo bona. Moadimani a ke a mo amohe sohle seo a nang le sona; batho basele ba ikgapele tholwana tsa mofufutso wa hae. Ho se be motho ya mo hauhelang, kapa ya thusang dikgutsana tsa hae. Ditloholo tsa hae di ke di timetswe, mabitso a tsona a hlakolwe melokong e hlahlamang. Molato wa bo-ntatae o nne o hopolwe ke Morena, sebe sa mmae se se ke sa hlakolwa; Morena a nne a di hopole kamehla, a ba hlakole lefatsheng, hore ba se hlole ba hopolwa. Motho eo ha a a ka a hopola, a hopola ho ba mohau, empa a hlorisa mohlophehi, a hlorisa le mofutsana, a tle a bolaye ya tepeletseng pelo. A rata ho rohakana: Thohako e ke be hodima hae! Ha a ka a thabela tlhohonolofatso: E ke be hole le yena! A apara thohako jwaloka kobo: E ke e monyele mmeleng wa hae, e monyele jwaloka metsi, le masapong a hae jwaloka ole. E ke be jwaloka seaparo seo a ipopileng ka sona, e be jwaloka leqhama leo a itlamileng ka lona kamehla. Morena a ke a putse baqosi ba ka jwalo, batho bana ba mpuang hampe. Empa wena Morena, Morena ka, ako nthusetse ka baka la lebitso la hao, o nnamolele ka baka la mohau wa hao o molemo. Ke mohlophehi, ke mofutsana, pelo ya ka e thulame ka sefubeng sa ka. Ke ikela jwaloka meriti e theang, ke fefolwa jwaloka tsie. Mangwele a ka a tsherema, a tsherema ke ho itima dijo, mmele wa ka o otile ke ho hloka mafura. Ke fetohile sekgobo ho baqosi ba ka, ha ba mpona ba ntshisinyetsa dihlooho. Ako nthuse, Morena, Modimo wa ka, o mpholose ka mohau wa hao, ba tle ba tsebe hore hona ho entswe ke wena, ke mosebetsi wa matsoho a hao, matsoho a hao wena Morena. Bona ba a rohakana, empa wena o a hlohonolofatsa; ba ntsohelang matla ba ke ba hlajwe ke dihlong, mohlanka wa hao yena a ke a thabe. Baqosi ba ka ba aparelwe ke dihlong, tlontlollo e be jwaloka seaparo seo ba ipopileng ka sona. Ke tla boka Morena ka lentswe le phefa, ke mo rorise ke le hara matshwele; hobane o eme ka hlakoreng le letona hlakoreng le letona la mofutsana, hore a tle a mo pholose ho ba mo ahlolang. Pesalema ya Davida. Morena o itse ho Morena wa ka: “Dula ka letsohong la ka le letona, ho fihlela ke bea dira tsa hao katlasa maoto a hao.” Morena o tla namisa mmuso wa hao, a o namise ho tloha Sione; a re: “Busa hara dira tsa hao.” Setjhaba sa hao se tla ithaopa, mohla o futuhelang dira tsa hao. Jwaloka phoka e lalang kameso, bahlankana ba tla tla ho wena maralleng a halalelang. Morena o hlapantse, ha a ka ke a kweneha; o itse: “O moprista kamehla yohle, jwaloka Meleki-Sedeke.” Morena o ka lehlakoreng la hao, hlakoreng le letona, o tla thuakanya dikgosi mohla letsatsi la kgalefo ya hae. O tla ahlola ditjhaba, ho tlale ditopo; o tla thuakanya hlooho tsa sera ka bophara ba lefatshe. Ha kgosi e le tseleng, e tla nwa nokaneng, e be moo e tsohang molota. Haleluja! Ke tla boka Morena ka pelo ya ka yohle, ke le phuthehong ya ba lokileng. Mesebetsi ya Morena e meholo, e fuputswa ke bohle ba e thabelang. Mosebetsi wa hae o bonahatsa tlotla le botlotlehi, ho loka ha hae ho teng kamehla yohle. O entse hore dimakatso tsa hae di se ke tsa lebalwa; Morena o mosa, o na le kutlwelobohloko. O fepa ba mo tshabang; o hopola selekane sa hae kamehla. O bontshitse setjhaba sa hae, a se bontsha matla a mesebetsi ya hae, ka ho se nea lefa la baditjhaba. Mesebetsi ya diatla tsa hae e a tshepahala, mesebetsi ya hae e lokile, ditaelo tsohle tsa hae ke tsa nnete; di etseditswe mehla yohle, di hlophilwe ka botshepehi le ka ho loka. O lopolotse setjhaba sa hae, a laela hore selekane sa hae e be sa kamehla yohle; lebitso la hae le a halalela, mme le a tshabeha. Qaleho ya bohlale ke ho tshaba Morena, bohle ba sedi ba phela jwalo. O lokelwa ke thoriso kamehla. Haleluja! Ho lehlohonolo ya tshabang Morena, ya thabelang melao ya hae haholo. Ditloholo tsa hae di tla ba matla lefatsheng, moloko wa ba pelo di ntle o tla hlohonolofala. Menono le maruo di ka tlung ya hae, ho loka ha hae ho hlola kamehla yohle. Ho ba pelo di ntle o ka lesedi le tjhabang lefifing; o mosa, o na le kutlwelobohloko, hape o lokile. Ho lehlohonolo motho ya mosa, motho ya adimanang, ya sebetsang ditaba tsa hae ka toka. A ke ke a sisinngwa le ka mohla, ya lokileng o tla nne a hopolwe, a hopolwe kamehla yohle. A ke ke a tshoswa ke ho utlwa taba tse bohloko, pelo ya hae e matlafetse, o tshepile Morena; pelo ya hae e tiile, ha a tshabe letho, o tella ba mo lwantshang. O fana ka matsoho a mabedi, o fana ho mafutsana, ho loka ha hae ho hlola kamehla yohle, o tsoha molota, o a tlotleha. Ya kgopo ha a bona hoo, o a tlallana, o tsikitlanya meno, o a monyela; takatso ya ya kgopo e tla fela. Haleluja! Lona bahlanka ba Morena, mo roriseng, le rorise lebitso la Morena. Ho bokwe lebitso la Morena, ho tloha jwale le kamehla yohle. Ho tloha botjhabela ho isa bophirimela, ho roriswe lebitso la Morena. Morena o phahametse tjhaba tsohle, tlotla ya hae e okametse mahodimo. Ke mang ya kang Morena, Morena Modimo wa rona, ya dutseng teroneng, teroneng e hodimodimo, empa a ikokobeletsa ho tadima mahodimo le lefatshe? O tsosa mofutsana leroleng, a phahamise mohloki thotobolong; a mo dudise le mahosana, le mahosana a setjhaba sa habo. O fa nyopa lelapa, a e etse mma bana ya thabileng. Haleluja! Mohla Iseraele a tswang Egepeta, ba ntlo ya Jakobo ba tloha, ba tloha setjhabeng sesele, Juda ya eba sehalalelo sa Morena, Iseraele ya eba mmuso wa hae. Lewatle ha le ba bona la baleha, Jorodane ya tjhetjha kasanthao. Dithaba tsa thala jwaloka dipheleu, maralla jwaloka dikonyana. Wena lewatle, o balehelang? Le wena Jorodane, o tjhetjhelang kasanthao? Lona dithaba, keng ha le thala jwaloka dipheleu, le lona maralla, jwaloka dikonyana? Wena lefatshe, thothomela, thothomela pela fahleho sa Morena, pela sefahleho sa Modimo wa Jakobo; yena ya fetolang lefika letsha la metsi, lejwe la moralla a le fetole sediba. O se ke wa re nea tlotla, Morena, o se ke wa e nea rona, o mpe o e nee lebitso la hao, ka baka la mohau wa hao le botshepehi ba hao. Keng ha baditjhaba ba ka re: “O kae Modimo wa bona?” Modimo wa rona o mahodimong, o etsa tsohle tse mo kgahlang. Medimo ya bona ke ya silefera le ya kgauta, ke mosebetsi wa matsoho a batho. E na le melomo, empa ha e bue; e na le mahlo, empa ha e bone. E na le ditsebe, empa ha e utlwe; e na le dinko, empa ha e fofonele. E na le matsoho, empa ha e tshware; e na le maoto, empa ha e tsamaye; ha ho modumo o tswang qoqothong tsa yona. Ba e etsang ba ke ba tshwane le yona, ba be jwalo bohle ba e tshepang. Lona ba ntlo ya Iseraele, tshepang Morena: Ke yena thuso le thebe ya lona. Lona ba ntlo ya Arone, tshepang Morena: Ke yena thuso le thebe ya lona. Lona ba tshabang Morena, tshepang Morena: Ke yena thuso le thebe ya lona. Morena o ntsa re hopotse, o tla re hlohonolofatsa; a hlohonolofatse ba ntlo ya Iseraele, a hlohonolofatse ba ntlo ya Arone, a hlohonolofatse bohle, bohle ba tshabang Morena, ba banyenyane mmoho le ba baholo. Morena a ke a le ngatafatse, lona le bana ba lona. Morena a ke a le hlohonolofatse, yena ya entseng mahodimo, a etsa le lefatshe. Mahodimo ke mahodimo a Morena, lefatshe lona o le neile bana ba batho. Hase bafu ba ka rorisang Morena, leha e le ba theohetseng lebitleng. Empa ke rona ba phelang ba ka bokang Morena, ho tloha jwale le kamehla yohle. Haleluja! Ke rata Morena, hobane o utlwile thapedi ya ka, a ntshekehela tsebe, mohla ke neng ke ipiletsa ho yena. Marapo a lefu a ne a ntlamile, maraba a Nqalo ya Bafu a ntshwasitse, ka ba matswalong le maswabing. Yaba ke rapela lebitso la Morena, ka rapela, ka re: “Oho, Morena, ako pholose bophelo ba ka.” Morena o mosa, o lokile, Modimo wa rona o na le kutlwelobohloko. Morena o baballa ba hlokang mano, a na a mpholosa ha ke ne ke fokola. Moya wa ka, ako boele o kgatholohe, hoba Morena o o etseditse tse molemo. O mpholositse lefung, a ntlhakola meokgo, a mphemisa ho kgoptjwa; ke tla tsamaya pontsheng ya Morena, lefatsheng la ba phelang. Ke ne ke ntse ke tshepile, ha ke re: “Ke tshwenyehile haholo.” Pherekanong ya ka ka ba ka re: “Ha ho motho ya tshepahalang!” Ke tla buseletsa Morena kang, bakeng sa melemo yohle eo a nketseditseng yona? Ke tla nyehela ka mohope, hobane ke pholositswe, mme ke rapele lebitso la Morena. Ke tla phetha dikano tsa ka, ke di phethe ho Morena, pontsheng ya setjhaba sohle sa hae. Lefu la batshepuwa ba hae ke ntho ya bohlokwa mahlong a Morena. Ruri, Morena, ke mohlanka wa hao, mora wa lekgabunyane la hao; o tlamolotse ditlamo tsa ka. Ke tla o nyehella ka sehlabelo sa teboho, mme ke rapele lebitso la Morena. Ke tla phetha dikano tsa ka, ke di phethe ho Morena, pontsheng ya setjhaba sohle sa hae, mabaleng a ntlo ya Morena, bohareng ba hao, wena Jerusalema. Haleluja! Rorisang Morena, lona ditjhaba tsohle, mo tlotliseng, lona merabe yohle; hoba mohau wa hae ho rona o moholo, botshepehi ba Morena bo hlola kamehla yohle. Haleluja! Bokang Morena, hobane o molemo; mohau wa hae ke wa kamehla yohle. Iseraele a ke a re: “Mohau wa hae ke wa kamehla yohle.” Ba ntlo ya Arone ba ke ba re: “Mohau wa hae ke wa kamehla yohle.” Ba tshabang Morena ba ke ba re: “Mohau wa hae ke wa kamehla yohle.” Ha ke ne ke patisitswe, ka ipiletsa ho Morena; Morena a nkarabela, a ntokolla. Morena o na le nna, ha ke tshabe letho; motho a ka nketsang? Morena o na le nna, ke mothusi wa ka, ke tella ba ntlhoileng. Ho molemo ho tshabela ho Morena, ho ena le ho tshepa motho. Ho molemo ho tshabela ho Morena, ho ena le ho tshepa mahosana. Baditjhaba ba ne ba ntikanetse kaofela, empa ka ba tamukanya ka lebitso la Morena. Ba ntikanela, ba ntikanela kamahohle, empa ka ba tamukanya ka lebitso la Morena. Ba mpokanela jwaloka dinotshi, ba ka malakabe hara dihlahla tsa meutlwa, empa ka ba tamukanya ka lebitso la Morena. Ka sutumetswa haholo hoo ke batlileng ke ewa, empa Morena a nthusa. Morena ke matla a ka le thoko ya ka, ke yena mopholosi wa ka. Metlotlwaneng ya ba lokileng, ho utlwahala ditlatse tsa tlholo, ho thwe: “Letsoho le letona la Morena le sebeditse tse matla, letsoho le letona la Morena le a tlotleha, letsoho le letona la Morena le sebeditse tse matla.” Ha nka ke ka shwa, empa ke tla phela, ke bolele mesebetsi ya Morena. Morena o nkgalemetse, empa ha a a ka a nneela lefu. Mpuleleng menyako ya Tempele, ke tle ke kene ka yona, ke boke Morena. Ona ke wona monyako, monyako wa ntlo ya Morena, ba lokileng ba tla kena ka wona. Ke a o boka hobane o ile wa nkaraba, o bile mopholosi wa ka. Lejwe le lahlilweng ke dihahi le fetohile lejwe la mantlha; ke Morena ya entseng hona, mme mahlong a rona ke mohlolo. Lena ke lona letsatsi le entsweng ke Morena; a re nyakalleng, re thabeng ke hona. Oho, Morena, ako re pholose! Oho, Morena, ako re atlehise! Ho bokwe ya tlang ka bitso la Morena: Re le hlohonolofatsa re le ka tlung ya Morena. Morena ke Modimo; o a re bonesetsa. Tshwarang mahlaku, le koloke, le be le yo fihla manakaneng a aletare. O Modimo wa ka, ke a o boka; o Modimo wa ka, ke a o tlotlisa. Bokang Morena, hobane o molemo; mohau wa hae ke wa kamehla yohle. Ho lehlohonolo ba metsamao e se nang kodi, ba tsamayang ka Molao wa Morena. Ho lehlohonolo ba latelang ditemoso tsa hae, ba mmatlang ka pelo tsohle tsa bona; ba sa etseng tse sa lokang, ba mpang ba tsamaya ditseleng tsa hae. O re neile ditaelo tsa hao, hore re di boloke ka ho tlala. Eka nka tiya metsamaong ya ka, ka phetha thato ya hao. Nke ke ka hlajwa ke dihlong, ha ke hlokomela melao yohle ya hao. Ke tla o boka ka pelo e hlwekileng, ha ke se ke ithutile dikahlolo tsa hao tse lokileng. Ke tla phetha thato ya hao, o se ke wa ntahlela ruri. Mohlankana a ka hlwekisa metsamao ya hae jwang? Ka ho hahela lentswe la hao lesaka. Ke o batla ka pelo ya ka yohle; se ntumelle ho kgeloha, ho kgeloha melao ya hao. Ke bolokile tshepiso ya hao, ka e boloka ka pelong ya ka, hore ke se ke ka o sitelwa. Ho bokwe wena Morena; ako nthute thato ya hao. Ka molomo wa ka ke bolela dikahlolo tsohle tse tswang molomong wa hao. Ke thabela ho latela ditemoso tsa hao, ho feta maruo wohle. Ke tla nahana ditaelo tsa hao, ke imamelle ditsela tsa hao. Ke thabela ho phetha thato ya hao, nke ke ka lebala lentswe la hao. Etsetsa mohlanka wa hao tse molemo, ke tle ke phele, ke mamele lentswe la hao ka hloko. Ntutubolle mahlo, ke bone dimakatso tsa Molao wa hao. Ke mofeti mona lefatsheng; o se ke wa mpatela melao ya hao. Moya wa ka o ngongorehela dikahlolo tsa hao ka nako tsohle. O kgalemela baikgohomosi, baikgohomosi ba rohakehileng, ba kgelohang melao ya hao. Ako tlose sekgobo le nyediso ho nna, hobane ke latela ditemoso tsa hao. Leha mahosana a kopane, a kopanetse ho nthera, nna, mohlanka wa hao, ke nahana thato ya hao. E, ditemoso tsa hao di a nthabisa, ke baeletsi ba ka. Ke rapaletse leroleng; ako nnee bophelo ho ya ka lentswe la hao. Ke o boleletse metsamao ya ka, wa nkaraba; ako nthute thato ya hao. Nthute, ke utlwisise tsela ya ditaelo tsa hao, ke tle ke nahane dimakatso tsa hao. Moya wa ka o lliswa ke maswabi; ako mmatlafatse ho ya ka lentswe la hao. Nqobise tsela ya leshano, o nkgauhele ka ho nthuta Molao wa hao. Ke ikgethetse tsela ya nnete, dikahlolo tsa hao ke di hlokometse. Ke kgomaretse ditemoso tsa hao; oho, Morena, ke se ke ka hlajwa ke dihlong. Ke tla matha tseleng ya melao ya hao, hobane wena o ntokolotse. Morena, nthute ho tsamaya ho ya ka thato ya hao, ke tle ke e latele ho isa qetellong. Nnee kutlwisiso ke tle ke hlomphe Molao wa hao, ke o boloke ka pelo ya ka yohle. Ntsamaise tseleng ya melao ya hao, hobane ke a e thabela. Ruta pelo ya ka ditemoso tsa hao, ho ena le ho rata maruo. Faposa mahlo a ka, a se ke a bona tsa mafeela, o nnee bophelo tseleng ya hao. Phethisetsa mohlanka wa hao tshepiso eo o e etseditseng ba o tshabang. Ntlose sekgobo seo ke se tshabang, hobane dikahlolo tsa hao di lokile. Ke lakatsa ditaelo tsa hao; ako nnee bophelo ka ho loka ha hao. Morena, ako ntshitse ka mohau wa hao, o mpholose ho ya ka tshepiso ya hao; ke tle ke tsebe ho araba ba nnyefolang, hobane ke tshepile lentswe la hao. Nthuse, ke bue nnete feela, hobane ke tshepile dikahlolo tsa hao. Ke tla nne ke boloke Molao wa hao, ke o boloke kamehla le mehla. Ke tla phela ka bolokolohi, hobane ke thahasella ditaelo tsa hao. Ke tla bua ka ditemoso tsa hao, ke bue ka tsona kapele ho dikgosi, ke sa hlajwe ke dihlong. Ke thabela melao ya hao, mme ke e rata haholo. Ke tla hlompha melao ya hao, ke nahane thato ya hao. Hopola lentswe leo o le buileng, wa le bua ho mohlanka wa hao, hobane le nneile tshepo. Ho hlopheheng ha ka se ntshedisang ke sena: Tshepiso ya hao e nnea bophelo. Baikgohomosi ba ntlaka haholo, empa ha ke furalle Molao wa hao. Morena, ke hopola dikahlolo tsa hao, kahlolo tsa hao tsa boholoholo, mme ke a tshediseha. Ke halefiswa haholo ke ba kgopo, ba furallang Molao wa hao. Thato ya hao ke pina ho nna, fatsheng lena leo ke leng mofeti ho lona. Bosiu ke hopola lebitso la hao, lebitso la hao Morena, mme ke boloka Molao wa hao. Lehlohonolo la ka ke lena: Ke bolokile ditaelo tsa hao. Morena, ke itse kabelo ya ka ke ho mamela mantswe a hao ke a mamele ka hloko. Ke o rapela ka pelo ya ka yohle: Ako nkgauhele ho ya ka tshepiso ya hao. Ke hlahlobile metsamao ya ka, mme ke kgutletse tseleng eo o mpontshitseng yona. Ke ile ka potlaka, ka se ke ka dieha ho boloka melao ya hao. Le hoja maraba a ntshwasitse, maraba a ba kgopo a ntshwasitse, ha ke a lebala Molao wa hao. Ke tsoha ka seroko ho o boka, ka baka la kahlolo tsa hao, kahlolo tse lokileng. Ke motswalle wa bohle ba o tshabang, le wa ba bolokang ditaelo tsa hao. Lefatshe lohle le tletse mohau wa hao, Morena; ako nthute thato ya hao. Morena, o entse tse molemo, wa di etsetsa mohlanka wa hao, ho ya ka lentswe la hao. Nthute bohlale le tsebo, hobane ke tshepa melao ya hao. Pele ke eso kokobetswe ke ne ke kgelohile; jwale ke hlokometse tshepiso ya hao. Wena o molemo, o etsa tse molemo; ako nthute thato ya hao. Le hoja baikgohomosi ba nneta ka leshano, ke tla boloka ditaelo tsa hao, ke di boloke ka pelo ya ka yohle. Pelo tsa bona di tsherehane, empa nna ke thabela Molao wa hao. Ke hantle ha ke ile ka kokobetswa, ke tle ke ithute thato ya hao. Ho molemo ho nna ho ba le Molao o tswang ho wena, ho ena le ho ba le diketekete tsa tjhelete ya kgauta le ya silefera. O mpopile ka matsoho a hao, wa nnea sebopeho; ako nnee kutlwisiso, ke tle ke ithute melao ya hao. Ba o tshabang ba tla mpona, ba mpone ba thabe, hobane ke tshepile lentswe la hao. Morena, ke a tseba hore dikahlolo tsa hao di lokile; mme leha o nkokobeditse, wena o a tshepahala. Mohau wa hao o ke o ntshedise, ho ya ka tshepiso eo o e entseng, wa e etsetsa mohlanka wa hao. Lerato la hao le ke le nketele, ke tle ke phele, hobane ke thabela Molao wa hao. Baikgohomosi ba ntubang, ba ntubang ka mashano, ba ke ba hlajwe ke dihlong, empa nna ke tla nahana ditaelo tsa hao. Ba o tshabang ba ke ba kgutlele ho nna, le ba tsebang ditemoso tsa hao. Pelo ya ka e ke e phethe thato ya hao ka ho tlala, ke tle ke se ke ka hlajwa ke dihlong. Moya wa ka o ngongorehela ho pholoswa ke wena, ke tshepile lentswe la hao. Mahlo a ka a motela ke ho lebella tshepiso ya hao, ke re: “Ekaba o tla ntshedisa neneng?” Le hoja ke le jwaloka lekuka, lekuka le ka mosing, ha ke a lebala thato ya hao. Mohlanka wa hao o sa tla phela ho le hokae? Bahlorisi ba ka o tla ba ahlola neng? Baikgohomosi ba ntjheketse mamena; bona ba sa yeng ka Molao wa hao. Melao ya hao yohle ke ya nnete; empa bona ba ntlhorisa ka mashano, ako nthuse. Ba batile ba ntlosa lefatsheng, empa ha ke a furalla ditaelo tsa hao. Ako nnee bophelo ka mohau wa hao, ke latele ditemoso tse tswang ho wena. Morena, lentswe la hao ke la mehla yohle, le tiile jwaloka mahodimo. Botshepehi ba hao ke ba meloko yohle, o theile lefatshe, mme le tsitsitse. Ho ya ka dikahlolo tsa hao, tsohle di ntse di tiile: Dintho tsohle di a o sebeletsa. Hoja Molao wa hao e ne e se thabo ya ka, nka be ke timeditswe ke ho hlopheha ha ka. Nke ke ka lebala ditaelo tsa hao le ka mohla, hobane ke ka tsona o nneang bophelo. Ke wa hao, ako mpholose, hobane ke thahasella ditaelo tsa hao. Ba kgopo ba ntaletse hore ba ntimetse, empa ke hlokometse ditemoso tsa hao. Ke bone hore tsohle tse phethehileng di na le bofelo, empa Molao wa hao ha o na moedi. Molao wa hao ke o rata hakaakang! ke o nahana letsatsi lohle. Molao wa hao o ntlhalefisa ho feta dira tsa ka, hobane ke na le wona kamehla yohle. Ke hlalefile ho feta bohle ba nthutileng, hobane ke nahana ditemoso tsa hao. Ke feta maqheku ka kutlwisiso, hobane ke boloka ditaelo tsa hao. Ke qobisa maoto a ka ditsela tsohle tse kgopo, ke tle ke mamele lentswe la hao ka hloko. Ha ke furalle dikahlolo tsa hao, hobane ke wena ya nthutileng tsona. Ditshepiso tsa hao di latsweha hamonate hakaakang! Di feta mahe a dinotshi ka hanong la ka. Ke na le kutlwisiso ka baka la ditaelo tsa hao, ka baka leo, ke hloile ditsela tsohle tsa leshano. Lentswe la hao ke lebone maotong a ka, ke lesedi tseleng ya ka. Ke ikanne, ke eme ke tiile: Ke tla ya ka kahlolo tsa hao, kahlolo tsa hao tse lokileng. Ke kokobeditswe ka ho fetisisa; oho, Morena, ako nnee bophelo ho ya ka lentswe la hao. Morena, amohela diteboho tse tswang molomong wa ka, o nthute dikahlolo tsa hao. Bophelo ba ka bo kotsing kamehla, empa ha ke lebale Molao wa hao. Ba kgopo ba ntjhehetse leraba, empa ha ke kgelohe ditaelo tsa hao. Ditemoso tsa hao ke lefa la ka la mehla yohle, ke thabo ya pelo ya ka. Ke rerile ka pelong ya ka ho phetha thato ya hao kamehla, ho e phetha ho isa qetellong. Ke hloile bo-temepedi, ke rata Molao wa hao. O setshabelo sa ka le thebe ya ka, ke tshepile lentswe la hao. Tlohang ho nna, lona ba etsang bobe, ke boloke melao ya Modimo wa ka. Mmatlafatse ho ya ka tshepiso ya hao, ke tle ke phele; o se ke wa ntshwabisa, hobane ke o tshepile. Nthuse, ke tle ke pholohe, ke nne ke thabele ho phetha thato ya hao. O nyedisa bohle ba kgelohang thato ya hao, hobane masene a bona ke lefeela. Bohle ba lefatshe ba kgopo o ba tadima e le manya, kahoo ke rata ditemoso tsa hao. Mmele wa ka o thothomela ke ho o tshaba, mme ke tshohile dikahlolo tsa hao. Ke phethile toka le ho lokileng; o se ke wa ntlohella matsohong a bahatelli ba ka. Sireletsa mohlanka wa hao, mohlanka wa hao a tle a atlehe, baikgohomosi ba se ke ba mo hatella. Mahlo a ka a motela ke ho lebella ho pholosa ha hao, le ho lebella tshepiso ya hao, tshepiso ya hao e lokileng. Tshwara mohlanka wa hao hantle ho ya ka mohau wa hao, o nthute thato ya hao. Ke mohlanka wa hao, ako nnee kutlwisiso, ke tle ke tsebe ditemoso tsa hao. Morena, ke nako ya hore o sebetse, hobane ba tlotse Molao wa hao. Ruri ke rata melao ya hao, ke e rata ho feta kgauta, le hona kgauta e hlwekisitsweng; kahoo ke latela ditaelo tsa hao tsohle, ke hloile ditsela tsohle tsa leshano. Ditemoso tsa hao di a tsoteha, ke ka hoo ke di latelang. Qaqiso ya mantswe a hao e a edisa, ba hlokang mano e ba nea kutlwisiso. Ke ahlamisa molomo wa ka, ke sisa pelo ke ho labalabela melao ya hao. Retelehela ho nna, o nkgauhele, jwalokaha ho lokela ba ratang lebitso la hao. Matlafatsa mehato ya ka ho ya ka tshepiso ya hao, o se dumelle hore ke buswe ke bobe. Ntopolle ho batho ba nkgatellang, ke tle ke boloke ditaelo tsa hao. Ako bontshe mohlanka wa hao fahleho se kganyang kgotso, o nthute thato ya hao. Marameng a ka ho keleketla dikeledi, hoba ha ho ya bolokang Molao wa hao. Morena, wena o lokile, le dikahlolo tsa hao di nepahetse. Temoso tseo o faneng ka tsona di lokile, di tshepahala haholo. Tjheseho ya ka e a nqeta, hobane ba ntlhoileng ba lebala mantswe a hao. Tshepiso ya hao ke ya nnetenete, mohlanka wa hao o a e rata. Ke monyenyane, ke a nyediseha, empa ditaelo tsa hao ha ke di lebale. Ho loka ha hao ke ho loka ha kamehla, Molao wa hao ke nnete. Ke fihletswe ke matshwenyeho, ke fihletswe ke matswalo, empa melao ya hao ke thabo ya ka. Ditemoso tsa hao di lokile kamehla; ako nnee kutlwisiso, ke tle ke phele. Morena, ke a ipiletsa, ke ipiletsa ka pelo ya ka yohle, ako nkarabe; ke tle ke phethe thato ya hao. Ke ipiletsa ho wena, ako mpholose; ke tle ke latele ditemoso tsa hao. Ke tsoha e sa le ka madungwadungwana, ke lle ho wena, hobane ke tshepile mantswe a hao. Ke lala ke fadimehile ka nako tsa bosiu, ke ntse ke nahana tshepiso ya hao. Morena, mamela lentswe la ka, o le mamele ka baka la mohau wa hao, o nnee bophelo ho ya ka kahlolo ya hao. Bahlorisi ba bolotsana ba a atamela, bona ba holehole le Molao wa hao. Wena Morena, o haufi, mme melao yohle ya hao ke nnete. Kgale ke tsebile hore ditemoso tsa hao o di tiisitse, e be tsa mehla yohle. Ako tadime ho hlopheha ha ka, o nnamolele, hobane ha ke a lebala Molao wa hao. Ako emele nyewe ya ka, o ntopolle; o nnee bophelo ho ya ka tshepiso ya hao. Pholoho e holehole le ba kgopo, hobane ha ba batle thato ya hao. Lerato la hao le leholo, Morena; ako nnee bophelo ho ya ka dikahlolo tsa hao. Ba bangata ba ntlhorisang, le ba ntwantshang ba bangata, empa ha ke furalle ditemoso tsa hao. Ha ke bona bakwenehi ke a teneha, hoba tshepiso ya hao, ha ba e hlokomele. Morena, bona kamoo ke ratang ditaelo, ke ratang taelo tsa hao kateng! Ako nnee bophelo ho ya ka mohau wa hao. Nnete ke moko wa lentswe la hao, dikahlolo tsohle tsa hao ke tse lokileng, ke tsa mehla yohle. Mahosana a ntlhorisa ntle ho lebaka, empa pelo ya ka e tshoswa ke lentswe la hao feela. Ke thabela tshepiso ya hao, jwaloka ya fumaneng kgapo, kgapo e ngata. Leshano ke le hloile, ke a le nyonya; Molao wa hao wona ke a o rata. Ke o rorisa hasupa ka letsatsi, ka baka la kahlolo tsa hao, kahlolo tse lokileng. Ba ratang Molao wa hao ba na le kgotso e phethehileng, ha ho na se ka ba kgopang. Morena, ke lebeletse hore o mpholose, ke tle ke phethe melao ya hao. Ke latela ditemoso tsa hao, ke di rata haholo. Ke boloka ditaelo tsa hao, le ditemoso tsa hao ke a di boloka, hobane o bona metsamao ya ka yohle. Morena, sello sa ka se ke se finyelle ho wena; ako nnee kutlwisiso ho ya ka lentswe la hao. Thapelo ya ka e ke e fihle ho wena; ako nnamolele ho ya ka tshepiso ya hao. Molomo wa ka o bolela dithoko tsa hao, hobane o nthuta thato ya hao. Leleme la ka le ke le bine tsa tshepiso ya hao, hoba melao yohle ya hao e lokile. Letsoho la hao le ke le nthuse, hoba ke ikgethetse ditaelo tsa hao. Morena, ke lakatsa ho pholoswa, ho pholoswa ke wena; Molao wa hao ke thabo ya ka. A nke ke phelele ho o rorisa, dikahlolo tsa hao di ke di nthuse. Ke lelera jwaloka nku e lahlehileng; ako batle mohlanka wa hao, hobane ha ke lebale melao ya hao. Sefela sa ho nyolohela Jerusalema. Ke ipiletsa ho Morena, ha ke le matshwenyehong, mme o a nkaraba. Morena, ako nnamolele molomong wa ya leshano, le lelemeng la ya thetsang. Wena ya leleme le thetsang, o tla newa eng, o ekeletswe eng? O tla newa metsu ya mohale, metsu e ntjhotjho, e tswang mashaleng a hlenneng, mashala a sehalahala. Ho madimabe nna ka ho jaka Mesheke, ka ho aha hara ditente tsa Kedare. Ke nako e telele haholo ke ahile hara ba hloileng kgotso. Nna ke motho wa kgotso, empa ha ke bua ka kgotso, bona ba batla ntwa. Sefela sa ho nyolohela Jerusalema. Mahlo a ka a tadima dithabeng; ekaba thuso ya ka e tla tswa kae? Thuso ya ka e tswa ho Morena, ya entseng mahodimo le lefatshe. A ke ke a tlohela leoto la hao, a le tlohella ho thella, molebedi wa hao a ke ke a otsela. Ruri molebedi wa Iseraele ha a otsele, ha a kgalehe. Morena ke molebedi wa hao, Morena ke moriti wa hao ka letsohong la hao le letona. Tsatsi le ke ke la o ntsha kotsi motsheare, leha e le kgwedi bosiu. Morena o tla o sireletsa, a o sireletse bobeng bohle, a baballe bophelo ba hao. Morena o tla o lebela ha o eya le ha o kgutla, ho tloha jwale le kamehla yohle. Pesalema ya Davida. Sefela sa ho nyolohela Jerusalema. Ke ile ka thaba ha ho thwe ho nna: “A re yeng ka Tlung ya Morena.” Jwale maoto a rona a eme dikgorong, dikgorong tsa hao, Jerusalema. Jerusalema e hahilwe e le motse, tsohle tsa wona di teteane hamonate. Ke moo ho nyolohelang meloko, meloko yohle ya Morena, ka taelo e neilweng Iseraele, hore e yo boka lebitso la Morena. Ke moo ditulo tsa kahlolo di leng teng, ditulo tsa ntlo ya Davida. Rapellang Jerusalema e be le kgotso: “Ba o ratang ba ke ba atlehe. Kgotso e ke e be kahara marako a hao, le katleho ka matlung a hao a bokgosi.” Ka baka la baheso le metswalle ya ka, ke tla re: “Kgotso e ke e be le wena.” Ka baka la Ntlo ya Morena, Morena Modimo wa rona, ke tla o kopela tse molemo. Sefela sa ho nyolohela Jerusalema. Mahlo a ka a tadima ho wena, wena ya dutseng teroneng, lehodimong; a jwaloka mahlo a bahlanka, a tadimileng letsoho la monga bona. Jwalokaha mahlo a lekgabunyane a tadimile letsoho la mofumahadi wa lona, le mahlo a rona a tadima Morena Modimo wa rona jwalo, ho fihlela a ka re hauhela. Re hauhele Morena, re hauhele, hobane re nyedisitswe, ra nyediswa ho feta tekanyo. Re sonngwe ho feta tekanyo, ra songwa ke ba iketlang, re nyedisitswe ke ba ikgantshang. Pesalema ya Davida. Sefela sa ho nyolohela Jerusalema. Hoja Morena a se ke a ba le rona, Iseraele a ke a rialo, hoja Morena a se ke a ba le rona, ha batho ba ne ba re tsohela matla, ba ka be ba re kwentse re ntse re phela, ha kgalefo ya bona e ne e re tloketse; dikgohola di ka be di re hohotse, diphororo di ka be di re pupeditse; metsi a befileng a ka be a re pupeditse. Ho bokwe Morena ya sa kang a lesa hore ba re je. Re phonyohile jwaloka nonyana lerabeng la batshwasi; leraba la kgaoha, mme ra phonyoha. Thuso ya rona e tswa ho Morena, ya entseng mahodimo le lefatshe. Sefela sa ho nyolohela Jerusalema. Ba tshepileng Morena ba jwaloka thaba ya Sione, e ke keng ya sisinngwa, e tiileng kamehla. Jwalokaha dithaba di teetse Jerusalema hare, le setjhaba sa hae, Morena o se teetse hare jwalo, ho tloha jwale le kamehla yohle. Efela lere la ba kgopo le ke ke la busa lefatshe le abetsweng ba lokileng, esere ba lokileng ba kenya matsoho a bona bokgopong. Morena, ako etse tse molemo, o di etsetse ba lokileng, le ba pelo di ntle. Empa ba kgelohetseng ditseleng, ditseleng tse matswedintsweke, Morena a ke a ba leleke, a ba leleke le ba kgopo. Kgotso e ke e be teng Iseraele. Sefela sa ho nyolohela Jerusalema. Ha Morena a kgutlisa batho ba Sione, a ba kgutlisa bothopuweng, e ne e ka re a lora. Yaba re keketeha ke ditsheho, maleme a rona a etsa ditlatse. Jwale hara ditjhaba ha thwe: “Morena o ba etseditse tse kgolo.” E, Morena o re etseditse tse kgolo, ruri re thabile. Morena, ako kgutlise ba habo rona, ba habo rona ba bothopuweng, ba kgutle sa melatswana e phallang, e phallelang Lehwatateng la Borwa. Ba ileng ba jala ka dikgapha, ba tla kotula ka ditlatse. Ya tsamayang a lla, a nkile peo e tla jalwa, o tla kgutla ka ditlatse, a nkile mangata a hae. Pesalema ya Solomone. Sefela sa ho nyolohela Jerusalema. Haeba e se Morena ya hahang ntlo, ba e hahang ba sebeletsa lelea. Haeba e se Morena ya lebelang motse, ya o lebelang o fadimehela lefeela. Ke lefeela ha le tsoha kameso, kapa le dieha ho robala, le itjella bohobe boo le bo fumanang ka thata, athe yena o fa baratuwa ba hae ba ntse ba ithobaletse. Ruri bana ke lefa le tswang ho Morena, tholwana ya popelo ke moputso. Jwaloka metsu e letsohong la mohale, bana ba botjha ba motho, le bona ba jwalo. Ho lehlohonolo monna ya tlatsitseng kgohlopo ya hae, a e tlatsa ka yona. A ke ke a hlajwa ke dihlong, ha a ngangisana le dira tsa hae, a ngangisana le tsona kgorong ya motse. Sefela sa ho nyolohela Jerusalema. Ho lehlohonolo bohle, bohle ba tshabang Morena, ba tsamayang ditseleng tsa hae. O tla ja tholwana tsa mosebetsi, tsa mosebetsi wa matsoho a hao, o tla ba lehlononolo, o be le katleho. Mosadi wa hao o tla ba jwaloka morara, morara o behang ka tlung ya hao; bana ba hao ba be jwaloka mahlomela, mahlomela a mohlwaare ho potapota tafole ya hao. E, motho ya tshabang Morena o hlohonolofala jwalo. Morena a ke a o hlohonolofatse, a o hlohonolofatse a le Sione, o tle o bohe katleho ya Jerusalema ka ditshiu tsohle tsa bophelo ba hao. O ke o bone bana ba bana ba hao. Kgotso e ke e be teng Iseraele. Sefela sa ho nyolohela Jerusalema. Haesale ba ntshwenya haholo ho tloha botjheng ba ka, Iseraele a ke a rialo, haesale ba ntshwenya haholo ho tloha botjheng ba ka, empa ha ba a ka ba ntlhola. Balemi ba lemile mokokotlong wa ka, ba entse diforo tse telele. Empa Morena o lokile, o kgaotse dikgwele tsa ba kgopo. Bohle ba hloileng Sione ba ke ba hlajwe ke dihlong, ba tjhetjhiswe kasanthao. Ba be jwaloka jwang bo marulelong a matlo, bo ponang pele bo ka fotholwa, boo ho seng ya bo helang, ya ka tlatsang seatla sa hae ka bona, kapa ya tlamang mangata a a nka ka matsoho a hae. Ba fetang ka tsela ba ke ke ba re ho bona: “Tlhohonolofatso ya Morena e ke e be le lona, re le hlohonolofatsa ka lebitso la Morena.” Sefela sa ho nyolohela Jerusalema. Ke ipiletsa ho wena Morena, ke le tlasetlase. Morena, ako utlwe lentswe la ka! Tsebe tsa hao di ke di mamele ha ke etsa thapedi ya ka. Morena, ha o tshwaya diphoso, o tshwaya phoso tsa rona, ke mang, Morena, ya ka phelang? Empa wena o a re tshwarela, e le hore re tle re o hlomphe. Ke tshepile Morena, moya wa ka o tshepile lentswe la hae. Moya wa ka o lebeletse Morena, ho feta balebedi ba lebeletseng meso, e, ho feta balebedi ba lebeletseng meso. Iseraele a ke a lebelle Morena, hobane Morena o mohau, o na le topollo e kgolo. Ke yena ya tla lopolla Iseraele bokgopong bohle ba hae. Pesalema ya Davida. Sefela sa ho nyolohela Jerusalema. Morena, pelo ya ka ha e ikakase, mahlo a ka ha a ikgohomose; ha ke tsotelle dintho tse mphetang, leha e le tse makatsang, tse mphahametseng. Empa ke bobisitse moya wa ka, ka o kgutsisa, sa ngwana ya kgwesitsweng, ya sikilweng ke mmae; e, moya wa ka o jwaloka ngwana, jwaloka ngwana ya kgwesitsweng. Iseraele a ke a tshepe Morena, ho tloha jwale le kamehla yohle. Sefela sa ho nyolohela Jerusalema. Morena, ako hopole Davida, le ho hlopheha hohle ha hae, kamoo a neng a hlapanye, a hlapanyetsa Morena kateng, a ikana ho Ya Matla, Modimo wa Jakobo, a re: “Nke ke ka kena ka tlung ya ka, kapa ka paqama diphateng tsa ka; mahlo a ka a ke ke a fumana boroko, le dintshi tsa ka di ke ke tsa tutubala, ho fihlela ke fumanela Morena sebaka, ke fumanela Ya Matla Leaho, Ya Matla, Modimo wa Jakobo.” Areka re e utlwetse Eferata, ra e fumana masimong a Jaare. A re keneng ka Leahong la hae, re itihele kapele ho yena. Tloo, Morena, o ye sebakeng sa hao sa phomolo, wena le areka e bontshang matla a hao. Baprista ba hao ba apeswe ho loka, batshepuwa ba hao ba etse ditlatse. Ka baka la mohlanka wa hao Davida, o se ke wa furalla Motlotsuwa wa hao. Morena o ile a hlapanyetsa Davida, a ke ke a kwenehela tshepiso, tshepiso ena ya nnete, a re: “E mong wa bana ba theka la hao, ke tla mmea teroneng ya hao. Ha bara ba hao ba ka boloka selekane sa ka, ba latela ditemoso tseo ke ba neileng tsona, le bara ba bona ba tla dula teroneng, teroneng ya hao kamehla.” Morena o ikgethetse Sione, o ratile hore e be leaho la hae; a re: “Sena ke sebaka sa ka sa phomolo sa kamehla, ke tla aha mona hobane ke ratile jwalo. Ke tla hlohonolofatsa Sione ka nala, mafutsana a yona ke a fepe, ke a fepe, a kgore. Baprista ba yona ke tla ba apesa pholoho, batshepuwa ba yona ba etse ditlatse. “Teng ke tla bea setloholo sa Davida, ke se bee hore e be kgosi e matla, ke lokisetse Motlotsuwa wa ka lebone. Dira tsa hae ke tla di apesa dihlong; athe yena hloohong ya hae ho tla kganya mofapahlooho wa hae.” Pesalema ya Davida. Sefela sa ho nyolohela Jerusalema. Bonang, ho hotle, ho monate hakaakang, ha bana ba motho ba phedisana ka kgotso! Ho jwaloka ole ya bohlokwa, ole e tlotsang hlooho, e keleketlelang ditedung, ditedung tsa Arone, e lepellelang molaleng wa seaparo sa hae. Ho jwaloka phoka ya Heremone, e lalang hodima dithaba tsa Sione; ke moo Morena a faneng ka tlhohonolofatso ya hae teng, e leng bophelo, bophelo ba kamehla le mehla. Sefela sa ho nyolohela Jerusalema. Tloong, le boke Morena, lona bahlanka bohle ba Morena, ba emang ka Tlung ya Morena, ba emang ka teng ka masiu wohle. Phahamisang matsoho a lona, le a phahamisetse Sehalalelong, le boke Morena. Morena a ke a o hlohonolofatse, a o hlohonolofatse a le Sione, yena ya entseng mahodimo le lefatshe. Haleluja! Rorisang lebitso la Morena, mo roriseng, lona bahlanka ba Morena, ba emang ka Tlung ya Morena, mabaleng a Ntlo ya Modimo, Ntlo ya Modimo wa rona. Rorisang Morena, hobane Morena o molemo; rokang lebitso la hae, hobane o a rateha. Morena o ikgethetse, a ikgethela leloko la Jakobo, e leng Iseraele, hore e be leruo la hae. Ruri ke a tseba hore Morena o moholo, Morena wa rona o moholo, o moholo ho medimo yohle. Morena o etsa tsohle tseo a di ratang, mahodimong le lefatsheng, mawatleng le madibeng wohle. Ke yena ya nyollang maru, a a nyolle dipheletsong tsa lefatshe, ya nesang pula ka mahadima, ya bulelang difefo moo a di kwaletseng teng. Ke yena ya ileng a bolaya, a bolaya matsibolo a Egepeta, ho qala ka a batho ho isa ho a diphoofolo. Ho wena Egepeta, o ile a romela dipontsho le dimakatso, ho Faro le ho bahlanka bohle ba hae. Ke yena ya ileng a timetsa, a timetsa ditjhaba tse ngata, a bolaya dikgosi tse matla: Sihone, kgosi ya Baamore, le Oge, kgosi ya Bashane, le mebuso yohle ya Kanana. A fana ka naha ya bona hore e be lefa, lefa la Iseraele setjhaba sa hae. Morena, lebitso la hao ke la kamehla yohle; Morena, o tla hopolwa, o hopolwe ke meloko yohle. Morena o tla ahlola, a ahlolele setjhaba sa hae, mme a qenehele bahlanka ba hae. Medimo ya bohata ya baditjhaba ke ya silefera le ya kgauta, ke mosebetsi wa matsoho a batho. E na le melomo, empa ha e bue; e na le mahlo, empa ha e bone. E na le ditsebe, empa ha e utlwe; le ho phefumoloha, ha e phefumolohe. Ba e etsang ba ke ba tshwane le yona, ba be jwalo bohle ba e tshepang. Lona, ba ntlo ya Iseraele, bokang Morena; lona ba ntlo ya Arone, bokang Morena; lona ba ntlo ya Levi, bokang Morena; le lona ba tshabang Morena, bokang Morena. Morena a ke a bokwe ke ba Sione, yena ya ahileng Jerusalema. Haleluja! Haleluja! Bokang Morena, hobane o molemo; mohau wa hae ke wa kamehla yohle. Bokang Modimo wa medimo; mohau wa hae ke wa kamehla yohle. Bokang Morena wa marena; mohau wa hae ke wa kamehla yohle. Ke yena a inotshi ya entseng dimakatso tse kgolo; mohau wa hae ke wa kamehla yohle. Ke yena ya entseng mahodimo, a a etsa ka bohlale; mohau wa hae ke wa kamehla yohle. O adile lefatshe hodima metsi; mohau wa hae ke wa kamehla yohle. O entse masedi a maholo; mohau wa hae ke wa kamehla yohle; letsatsi ho busa motsheare; mohau wa hae ke wa kamehla yohle; kgwedi le dinaledi ho busa bosiu; mohau wa hae ke wa kamehla yohle. Ke yena ya ileng a bolaya, a bolaya matsibolo a Egepeta; mohau wa hae ke wa kamehla yohle. A ntsha Iseraele naheng ya Egepeta; mohau wa hae ke wa kamehla yohle; ka letsoho le matla le sephaka se otlolohileng; mohau wa hae ke wa kamehla yohle. O ile a phatlola Lewatle la Sufe koto tse pedi; mohau wa hae ke wa kamehla yohle. A tshedisa Iseraele hara lona; mohau wa hae ke wa kamehla yohle. A dihela Faro le mabotho a hae, a a dihela Lewatleng la Sufe; mohau wa hae ke wa kamehla yohle. Ke yena ya ileng a tsamaisa setjhaba, a tsamaisa tjhaba sa hae lehwatateng; mohau wa hae ke wa kamehla yohle. O ile a timetsa dikgosi tse kgolo; mohau wa hae ke wa kamehla yohle. A bolaya dikgosi tse matla; mohau wa hae ke wa kamehla yohle: Sihone, kgosi ya Baamore; mohau wa hae ke wa kamehla yohle; le Oge, kgosi ya Bashane; mohau wa hae ke wa kamehla yohle. A fana ka naha ya bona hore e be lefa; mohau wa hae ke wa kamehla yohle; e be lefa la Iseraele, mohlanka wa hae; mohau wa hae ke wa kamehla yohle. Ke yena ya ileng a re hopola ha re ne re kokobeditswe; mohau wa hae ke wa kamehla yohle. A re phamola ho dira tsa rona; mohau wa hae ke wa kamehla yohle. Ke yena ya fepang dibopuwa tsohle; mohau wa hae ke wa kamehla yohle. Bokang Modimo wa mahodimo; mohau wa hae ke wa kamehla yohle. Mabopong a dinoka tsa Babilona, re ne re dutse re lla, ha re hopola Sione. Meduwaneng ya tsona re ne re fanyehile diharepa tsa rona. Ke moo ba neng ba re hapile ba ileng ba re kopa hore re ba binele; batubi ba rona ba re kopa dipina tsa thabo, ba re: “Re bineleng difela tsa Sione!” Re ka bina sefela sa Morena jwang, lefatsheng la baditjhaba? Haeba nka o lebala, wena Jerusalema, letsoho la ka le letona le ke le shwe. Leleme la ka le kgomarele mahalapeng a ka, haeba ke sa o hopole, ke sa thabele Jerusalema, ke sa e thabele ho feta tsohle. Morena, ako hopole, ako hopole bana ba Edomo, mohla letsatsi la Jerusalema, ha ba ne ba re: “E heletseng, e heletseng, ho isa metheong ya yona!” Wena motse wa Babilona, o seng o tla ripitlwa, ho lehlohonolo ya tla o buseletsa seo o re entseng sona. Ho lehlohonolo ya tla nka masea a hao, a a pshatlanye hodima lefika. Pesalema ya Davida. Morena, ke o boka ka pelo ya ka yohle, ke o roka pontsheng ya mangeloi. Ke kgumama ke shebile Tempeleng, Tempeleng ya hao e halalelang, ke boka lebitso la hao ka baka la mohau wa hao le botshepehi ba hao; o tumisitse lebitso la hao le tshepiso ya hao ho feta tsohle. Ha ke ne ke ipiletsa ho wena o ile wa nkaraba, wa matlafatsa moya wa ka. Morena, dikgosi tsohle tsa lefatshe di tla o boka, ha di utlwa mantswe a tswang molomong wa hao. Di tla rorisa ditsela tsa Morena, di re: “Tlotla ya Morena e kgolo.” Leha Morena a phahame hakaalo, o bona ba eisehang; ba ikgantshang o ba tseba ba sa le hole. Leha nka phela hara ditsietsi, wena o baballa bophelo ba ka; letsoho la hao le ntshireletsa bohaleng, bohaleng ba dira tsa ka, letsoho la hao le letona le a mpholosa. Morena o tla phetha seo a ntheretseng sona. Morena, mohau wa hao ke wa kamehla yohle; o se lahle mosebetsi wa diatla tsa hao. Pesalema ya Davida, e qapetsweng motsamaisi wa dibini. Morena, o ntlhahlobile, o a ntseba. O tseba ha ke dula le ha ke ema, o hlalohanya mehopolo ya ka, o e hlalohanya ke sa le hole. O ntisa ha ke tsamaya le ha ke robetse, o tsebisisa metsamao ya ka yohle. Lentswe le eso be teng lemeng la ka, o se o le tseba hantle, Morena. O ntlhahile kamahohle, o beile letsoho la hao hodima ka. Tsebo ena e makatsang e a mpheta; e tebile hoo nke keng ka e fihlela. Nka ya kae ho ipatela moya wa hao? Nka balehela kae ho ipatela sefahleho sa hao? Ha nka nyolohela mahodimong, o teng moo; leha nka theohela Nqalong ya Bafu, le teng o teng. Leha nka adima mapheo a mafube, ka ya aha dipheletsong tsa lewatle, le hona moo letsoho la hao le tla ntsamaisa, letsoho la hao le letona le tla ntshwara. Leha nka re: “Ruri lefifi le tla mpata, lesedi le nteetseng hare le tla fetoha bosiu,” empa ho wena lefifi hase lefifi, bosiu bo kganya jwaloka letsatsi, lefifi le jwaloka lesedi. Ke wena ya bopileng bokahare ba ka, ya kopantseng ditho tsa ka ke sa le popelong ya mme. Ke a o boka, hobane o mpopile ka mokgwa o makatsang; mesebetsi ya hao e a hlolla, hona ke ho tseba hantle. Masapo a ka a ne a sa pateha ho wena, ha ke ne ke bopjwa sephiring, ke kopanngwa ditho ke le botebong ba lefatshe. Mahlo a hao a mpone ke eso tswalwe; tsohle tsa ka di ne di se di ngotswe bukeng ya hao, le pele ke eba teng. Modimo, mehopolo ya hao e thata hakaakang! Palo ya yona e kgolo hakaakang! Ha nka e bala, e mengata ho feta lehlabathe; ha nka e qeta, o ntse o ena le nna. Oho, Modimo, hoja wa timetsa ba kgopo, hoja ba tshollang madi ba suthela hole le nna! Ke ba buang hampe ka wena, ba o lwantshetsang lefeela. Na nke ke ka hloya ba o hloileng, Morena, ka halefela ba o tsohelang matla? Ke ba hloile ka lehloyo le phethehileng, le nna ke dira tsa ka. Ntlhahlobe, Modimo, o tsebe pelo ya ka; o nnonye maikutlo, o tsebe mehopolo ya ka; o bone hore na ke tseleng e mpe, o ntsamaise tseleng ya kamehla yohle. Pesalema ya Davida, e qapetsweng motsamaisi wa dibini. Morena ako nnamolele ho batho ba kgopo, o ntshireletse ho batho ba sehloho. Ba loha mano ka dipelong tsa bona, ba qholotsa ntwa kamehla. Ba leotsa maleme a bona a be jwaloka a dinoha, mahloko a marabe a tswa melomong ya bona. Morena, ako nnamolele, o nnamolele diatleng tsa ba babe, o ntshireletse ho batho ba sehloho, ba rerang hore ke kgothometsehe. Baikgohomosi ba ntjhehetse sefi, ba nketseditse leraba ka dikgwele, ba ntjheketse mamena pela tsela. Ke itse ho Morena: “Ke wena Modimo wa ka.” Oho, Morena, sekeha tsebe, o sekehele sello sa thapedi ya ka tsebe. Morena, monga ka, mopholosi wa ka ya matla, o sireletsa hlooho ya ka, o e sireletsa ka nako ya ntwa. Morena, se dumelle ditakatso tsa ya kgopo, se dumelle hore di phethahale, le hore merero ya hae e atlehe. Ba ntikanetseng ba se tsohe molota, ditshokelo tsa bona di ke di ba wele hodimo. Morena a ba nesetse mashala a tukang, a ba dihele mohohlong oo ba ke keng ba tswa ho wona. Moetseletsi a se hlole a eba teng, e eba teng lefatsheng lena, motho ya sehloho a futuhelwe ke bokgopo, bo mo timetsang. Ke a tseba hore Morena o tla emela a emele nyewe ya mohlophehi, a ahlolele le mofutsana. Ruri ba lokileng ba tla boka lebitso la hao, ba pelo di ntle ba tla phela pontsheng ya hao. Pesalema ya Davida. Morena, ke ipiletsa ho wena, ako mpotlakele; sekehela lentswe la ka tsebe, ha ke ipiletsa ho wena. Thapelo ya ka e nyolohele ho wena, e nyolohe jwaloka mokubetso, ke phahamise matsoho a ka e le nyehelo ya mantsiboya. Morena, ako bee molebedi, o mmee molomong wa ka, o dise monyako wa molomo wa ka; pelo ya ka e se ke ya sekama, ya sekamela dinthong tse mpe. Ke se ke ka etsa mesebetsi ya bokgopo mokgatlong wa batho ba sa lokang; ke se ke ka latswa menate ya bona. Ho molemo ha ke otlwa ke ya lokileng, ke kgalemelwa ke yena; hoo ke ole eo hlooho ya ka e ke keng ya e hana, ke tla nne ke rapele leha ba kgopo ba ntshwenya. Mohla baahlodi ba bona ba dihelwang dilomong, ke hona batho ba tla tseba hore mantswe a ka e ne e le a nnete. Jwalokaha ho kgathwa, ho tabolwa thite, masapo a bona a tla qhalanngwa jwalo, a qhalanngwe kgorong ya Nqalo ya Bafu. Morena, monga ka, mahlo a ka a tadimile ho wena, ke tshabela ho wena, se ntlohelle hore ke timele. Nqobise sefi seo ba ntjhehileng ka sona, le mamena a ba etsang tse sa lokang. Bohle ba kgopo ba ke ba wele marabeng a bona, ha nna ke phonyoha. Pesalema ya Davida ha a le ka lehaheng. Thothokiso e nang le thuto; thapelo. Ke lla ho Morena ka lentswe le phahameng, ke etsa thapedi ho Morena ka lentswe le phahameng. Ke hlahisa sello sa ka, ke se hlahisa kapele ho yena, ke bea tsietsi ya ka kapele ho yena. Ha moya wa ka o imetswe, wena o tseba tsela ya ka. Tseleng eo ke tsamayang ho yona ba ntjhehetse sefi. Ke tadima ka tsohong la ka le letona: Ha ho ya ntsotellang; ha ho moo nka tshabelang teng, ha ho motho ya nnatsang. Morena, ke lla ho wena, ke re: “Ke wena setshabelo sa ka, o kabelo ya ka lefatsheng la ba phelang.” Ako mamele sello sa ka, hobane ke kokobeditswe haholo. Nnamolele ho ba ntlhorisang, hobane ba mpheta ka matla. Ako nntshe tjhankaneng, ke tle ke boke lebitso la hao. Ba lokileng ba tla mpokanela, hoba o tla be o ntswetse molemo. Pesalema ya Davida. Morena, ako utlwe thapelo ya ka, o sekehele thapedi ya ka tsebe; o nkarabe ka baka la botshepehi ba hao, le ka baka la ho loka ha hao. O se ke wa qosa mohlanka wa hao, hobane ho wena ha ho ya lokileng. Sera se a ntelekisa, se nkgatakella fatshe, se mphedisa lefifing jwaloka ba shweleng kgalekgale. Moya wa ka o imetswe, pelo ya ka e thethefetse, e thethefetse ka sefubeng sa ka. Ke hopola ditshiu tsa boholoholo, ke lohotha diketso tsa hao tsohle, ke nahana mesebetsi, mesebetsi ya matsoho a hao. Ke phahamisa matsoho a ka, ke a phahamisetsa ho wena, moya wa ka o o nyoretswe jwaloka lefatshe le omeletseng. Morena, ako nkarabe kapele; moya wa ka o a tepella. O se ke wa mpatela sefahleho sa hao, ke se ke ka tshwana le ba theohelang lebitleng. Etsa hore ke tsebe mohau wa hao, ke o tsebe e sa le hoseng, hobane ke o tshepile; mpontshe tsela eo nka tsamayang ka yona, hobane ke o rapela ka moya wa ka wohle. Morena, ako nnamolele, o nnamolele direng tsa ka, hobane ke tshabetse ho wena. Nthute ho phetha thato ya hao, hobane ke wena Modimo wa ka. Moya wa hao o motle o ke o ntsamaise, o ntsamaise tseleng e bataletseng. Morena, o tla nnea bophelo ka baka la lebitso la hao, o ntopolle matshwenyehong ka baka la ho loka ha hao. Ka baka la mohau wa hao ho nna, o tla timetsa dira tsa ka, o fedise bohle ba ntwantshang, hobane nna ke mohlanka wa hao. Pesalema ya Davida. Ho bokwe Morena, lefika la ka, yena ya nthutang ho lwana, yena ya nkwetlisetsang ntwa. Ke setshabelo sa ka le qhobosheane ya ka, seqhobo sa ka le monamoledi wa ka; ke thebe ya ka, eo ke itshireletsang ka yona, ke yena ya beang ditjhaba katlasa puso ya ka. Morena, ebe motho e ne e le eng, hoo o ka mo nkelang hloohong? Ngwana motho e ne e le eng, hoo o ka mo hopolang? Motho o tshwana le lefeela, ditshiu tsa hae di jwaloka moriti o fetang. Morena, phetla mahodimo a hao, o theohe, o ame dithaba di tle di foqohe mosi. Betsa mahadima, dira di tle di qhalane, o fule ka metsu ya hao, di tle di phasaphase. Nnanabele o le hodimo, o mpholose, o nkinole metsing a lewatle, le matsohong a baditjhaba; ba buang mashano ka melomo ya bona, ba phahamisang matsoho ho hlapanyetsa bohata. Modimo, ke tla o binela, ke o binele sefela se setjha, ke o roke ka harepa e kgwele di leshome, wena ya neang dikgosi tlholo, wena ya pholosang Davida, mohlanka wa hao. Mpholose saboleng e sehloho, namolele matsohong a baditjhaba ba buang mashano ka melomo ya bona, ba phahamisang matsoho ho hlapanyetsa bohata. Bara ba rona, botjheng ba bona, ba ke ba be jwaloka ditlama, tlama tse holang hantle; baradi ba rona ba be jwaloka ditshiya, tshiya tsa dihuku tse betletsweng ntlo ya bokgosi. Mediko ya rona e ke e tlale, e tsholohe dijo tsa mefutafuta. Manku a rona a ke a ate ka dikete, e be diketekete makgulong a rona; makgomo a rona a ke a emare, a se folotse kapa a shwelwa ke manamane, ho se be diboko mabaleng a motse. Ho lehlohonolo setjhaba se tlelwang ke tse jwalo, ho lehlohonolo setjhaba seo Morena e leng Modimo wa sona. Pesalema ya Davida. Thoko. Ke tla o tumisa, wena Modimo wa ka o leng Kgosi ya ka, ke boke lebitso la hao kamehla le mehla. Ke tla o boka ka letsatsi le leng le le leng, ke rorise lebitso la hao kamehla le mehla. Morena o moholo, o lokelwa ke thoriso e kgolo, boholo ba hae ha bo fihlelwe. Moloko ho isa molokong o mong o tlotlisa mesebetsi ya hao, o bonahatsa ketso tsa bonatla ba hao. Batho ba tla bolela kganya ya tlotla ya hao, nna ke nahane dimakatso tsa hao. Ba tla bolela matla a ketso tsa hao tse tshabehang, nna ke phete tsa boholo ba hao. Ba tla etsa kgopotso ya molemo wa hao o moholo, ba etsetse ho loka ha hao ditlatse. Morena o mosa, o na le kutlwelobohloko, o dieha ho halefa, o tletse mohau. Morena o molemo ho bohle, lerato la hae le aparela mesebetsi yohle ya hae. Morena, mesebetsi yohle ya hao e a o leboha, le batshepuwa ba hao ba a o boka; ba bolela tlotla ya mmuso wa hao, ba bua ka diketso tsa bonatla ba hao. Ba tsebisa batho bohle diketso tsa bonatla ba hao, le tlotla e kganyang ya mmuso wa hao. Mmuso wa hao ke mmuso wa kamehla yohle, le puso ya hao ke ya meloko yohle. Morena o tshepahala dipolelong tsohle tsa hae, o mohau mesebetsing yohle ya hae. Morena o tshehetsa bohle ba wang, o phahamisa bohle ba kgokgopaneng. Mahlo a bohle a lebeletse wena, hore o ba fepe ka nako e lokelang. Ha o fuparolla seatla, o kgorisa tsohle tse phelang ka tseo di di lakatsang. Morena o lokile ho tsohle tseo a di etsang, mesebetsing yohle ya hae o mohau. Morena o haufi le bohle ba mo rapelang, ba mo rapelang kannete. O phetha ditakatso tsa ba mo tshabang, o utlwa sello sa bona, mme o a ba pholosa. Morena o baballa bohle ba mo ratang, empa bohle ba kgopo o a ba timetsa. Molomo wa ka o ke o rorise Morena; batho bohle ba boke lebitso la hae le halalelang, ba le boke kamehla le mehla. Haleluja! Boka Morena, wena moya wa ka! Ke tla rorisa Morena ha ke ntse ke phela; ke tla roka Modimo wa ka bophelong ba ka bohle. Le se ke la tshepa mahosana, leha e le motho ya se nang matla, matla a ho pholosa. Hoba a neele moya, motho o kgutlela mobung; ka lona tsatsi leo merero ya hae e a fela. Ho lehlohonolo eo Modimo wa Jakobo e leng thuso ya hae; eo Morena Modimo wa hae, e leng tshepo ya hae. Ke yena ya entseng mahodimo le lefatshe, lewatle le tsohle tse ho lona. O tshepahala kamehla, o ahlolela ba hateletsweng, o fepa ba lapileng; Morena o lokolla batlamuwa, Morena o tutubolla mahlo a difofu. Morena o phahamisa ba kgokgopaneng; Morena o rata ba lokileng. Morena o sireletsa bajaki, o thusa kgutsana le mohlolohadi, athe merero ya ba kgopo o a e nyopisa. Morena o busa kamehla yohle; Modimo wa hao, Sione, ke wa meloko yohle. Haleluja! Haleluja! Ke hantle ho boka Morena, ho monate ho roka Modimo wa rona, o lokelwa ke thoriso. Morena o tsosa marako a Jerusalema, o phutha Baiseraele ba neng ba lelekilwe. O fodisa ba pelo di hlabehileng, o tlamella maqeba a bona. O tseba palo ya dinaledi, kaofela ha tsona o di bitsa ka mabitso. Morena wa rona o moholo, o matla haholo, kelello ya hae e ke ke ya lekanngwa. Morena o phahamisa ba eisehang, ba kgopo o ba dihela fatshe. Binelang Morena sefela sa teboho, le roke Modimo wa rona ka harepa. Ke yena ya kwahelang mahodimo, ya a kwahelang ka maru, ya nesetsang lefatshe pula, ya medisang jwang dithabeng. O fepa diphoofolo ka dijo tsa tsona, le madinyane a makgwaba ka tseo a di llelang. Morena ha a thabele matla a dipere, ha a kgahlwe ke lebelo la motho; o kgahlwa ke ba mo tshabang, le ba tshepileng mohau wa hae. Tlotlisa Morena, wena Jerusalema, wena Sione, rorisa Modimo wa hao. O tiisitse mekwallo, mekwallo ya dikgoro tsa hao, a hlohonolofatsa bana ba hao ba phelang ho wena. O entse hore kgotso e be teng meeding ya hao, a o kgorisa ka koro e atlehileng. Ke yena ya ntshang taelo ya hae e yang lefatsheng, molaetsa wa hae o a potlaka. O kgethehisa lehlwa le kang boya, o etsa hore serame se lale, se ke molora. O hasanya sefako sa hae se kang makumane; ke mang ya ka phelang hara mohatsela wa hae? Hang ha a ntsha taelo, di se di qhibidiha. O fokisa moya, metsi a boele a phalle. O tsebisa ba leloko la Jakobo, o ba tsebisa lentswe la hae, le thato le kahlolo tsa hae ho Iseraele. Ha ho setjhaba seo a kileng a se etsetsa jwalo, ha ho setjhaba seo a kileng a se tsebisa kahlolo tsa hae. Haleluja! Haleluja! Rorisang Morena, lona ba mahodimong, mo roriseng, lona ba hodimodimo. Mo roriseng, lona mangeloi a hae kaofela, mo roriseng, lona mabotho a hae wohle. Mo roriseng, lona letsatsi le kgwedi, mo roriseng, lona dinaledi tsohle tse phatsimang. Mo roriseng, lona mahodimo a hodimodimo, le lona metsi a kahodimo ho mahodimo. Tsohle di ke di rorise lebitso la Morena, hobane o ile a laela, mme tsa hloleha. O entse hore di be teng kamehla le mehla, a di beela taelo eo di ke keng tsa e tlola. Rorisang Morena, lona ba lefatsheng, lona dikganyapa tsa mawatle le tsa madiba wohle; lona mollo le sefako, lehlwa le mohodi, moya wa sefefo o phethang taelo ya hae; lona dithaba le maralla wohle, difate tsa ditholwana le tsa dikedare tsohle; lona diphoofolo tsa naha le tsa hae tsohle, dihahabi le dinonyana tse fofang; lona dikgosi tsa lefatshe le lona merabe yohle, mahosana le baahlodi bohle ba lefatshe; lona bahlankana le lona barwetsana, maqheku le lona ba batjha. Tsohle di rorise lebitso la Morena; ke lona feela le lokelang ho tlotliswa, botlotlehi ba hae bo phahame, bo phahametse lefatshe, bo phahametse le mahodimo. O tsositse setjhaba sa hae molota, ke seo batshepuwa ba hae ba ithorisang ka sona, bana ba Iseraele, setjhaba se leng haufi le yena. Haleluja! Haleluja! Binelang Morena sefela se setjha, le mo rorise phuthehong ya batshepuwa ba hae. Iseraele a ke a thabe, a thabele Mmopi wa hae, bana ba Sione ba nyakallele Kgosi ya bona. Ba ke ba rorise lebitso la hae, ba le rorise ka mehobelo, ba mo roke ka moropa le ka harepa. Morena o kgahlwa ke setjhaba sa hae, o tlotlisa bahlophehi ka ho ba pholosa. Batshepuwa ba hae ba thabe, ba be motlotlo, ba mo etsetse ditlatse leha ba robetse. Ba tumise Modimo ka melomo ya bona, ba ntse ba tshwere sabole, sabole e sehang kamahohle; ba tle ba iphetetse ho baditjhaba, ba dihele kotlo hodima merabe; ba tlame kgosi tsa yona ka mahlaahlela, le bahlomphehi ba yona ka diketane; ba ba dihele kahlolo e seng e ngotswe. Ke bona he, boitumelo ba batshepuwa ba hae. Haleluja! Haleluja! Rorisang Morena a le sehalalelong sa hae, mo roriseng a le sebakeng sa hae se matla, baka sa hae sa lehodimo. Mo roriseng ka baka la diketso tsa bonatla ba hae, mo roriseng ka baka la boholo ba hae, boholo ba hae bo fetisisang. Mo roriseng ka modumo wa lenaka, mo roriseng ka thomo le ka harepa. Mo roriseng ka moropa le ka mohobelo, mo roriseng ka seletsa se dikgwele, le ka makodilo; mo roriseng ka mangenengene a ketemanang, mo roriseng ka mangenengene a llang haholo. Tsohle tse phelang di ke di rorise Morena. Haleluja! Ana ke maele a Solomone, mora wa Davida, kgosi ya Iseraele, a rutang motho bohlale le kgalemo, le ho utlwisisa polelo tse tebileng; a rutang bohlale, ho loka, kutlwisiso, le ho nepahetseng. Ya se nang tsebo o tla hlalefiswa ke wona, mohlankana a rue tsebo le kelello. Ya bohlale a a mamele, a eketse tsebo le kutlwisiso, ya nang le kutlwisiso a fumane tataiso, a utlwisise maele le dipapiso, polelo le dilotho tsa ba bohlale. Ho tshaba Modimo ke qaleho ya tsebo, empa dithoto di nyedisa bohlale, di nyedisa le tayo Mora ka, mamela tayo ya ntatao, o se furalle thuto ya mmao. Tsena ke moqhaka wa bokgabane hloohong, le lepetu le bohehang molaleng wa hao. Mora wa ka, ha baetsadibe ba o hohela, o se ke wa ineela ho bona. Ha ba re: “Tloo le rona, re yo lalla motho re mmolaye, re tsholle madi a ba se nang molato; re ba metse ba phela sa Nqalo ya Bafu, re ba metse bokwiditane sa ba welang ka mohohlong; matlotlo a bohlokwa re tla a hapa, matlo a rona a tlale kgapo ya rona; rona le wena a re ikopanye, mokotla o be mong, re arolelane.” Mora wa ka, se tsamaisane tsela le bona, mohlaleng wa bona o se ke be wa hata. Maoto a bona a titimela bobeng, a potlakela ho ya tsholla madi. Ke bothoto ho tjheha leraba moo nonyana e ntseng e le bona. Banna bana ba emetse lefu la bona, ba itjhehetse leraba ka bobona. Ba fella jwalo ba ithuisang ka bolotsana, bophelo ba bona bo fediswa ke matsoho a bona. Tseleng tsohle bohlale bo a meketsa, mabaleng a motse bo a tlerola. Hara mmidimidi bohlale bo a howa, bo phatlalatsa puo tsa bona kgorong tsa motse, bo re: “Lona ba se nang tsebo, le tla rata ho se be le tsebo ho fihlela neng? Basomi ba thabele ho soma ho fihlela neng? Thoto di hloye tsebo ho fihlela neng? Hoja le ka mamela kgalemo ya ka, pelo ya ka nkabe ke le bulela yona, mehopolo ya ka ke le tsebisa yona. Kaha le hanne ha ke le bitsa, ha ke otlolla tsoho la ka la se ke la ela hloko; kaha keletso ya ka le sa ka la e natsa, le kgalemo ya ka le sa e mamela; koduweng ya lona ke tla le ja tlepane, ke le je ditsheho ha tlokotsi e le wela hodimo. Ha tlokotsi e le wela hodimo, e le wela hodimo sa sefefo, koduwa e le fefola, e le fefola sa setsokotsane, mahlomola le mapalesapelo a le sithabeditse, ba tla ipiletsa ho nna ke se ke ka ba araba, ba mpatle ba se ke ba mphumana. Kaha ba hloile tsebo, ba ikgethetse ho se tshabe Modimo; kaha keletso ya ka ba sa e amohela, ba nyedisitse kgalemo ya ka yohle, kahoo ba tla kotula seo ba se jetseng, ba kgore ditholwana tsa ditakatso tsa bona. Ba se nang tsebo ba a bolawa ke ho kgeloha ha bona, dithoto tsona di a timela, di timetswe ke ho se tsotelle ha tsona. Ya mmamelang o tla phela a sireletsehile, a phele ka boiketlo a sa tshabe bobe.” Mora wa ka, ha o ka mamela polelo tsa ka, wa boloka ditaelo tsa ka; wa sekehela bohlale tsebe, pelo ya hao ya labalabela ho ba le kutlwisiso; ha o ka ipiletsa hore o be sedi, wa kopa hore o be le kutlwisiso; ha o ka e batla sa hoja o batla silefera, wa e batla sa tlotlo e le patuwe; kutlwisiso ya ho tshaba Morena o tla e fihlela, ho tseba Modimo le hona o ho fumane. Ke Morena ya fanang ka bohlale, tsebo le kutlwisiso di tswa ho yena. O hlokomela metsamao ya ba lokileng, ke thebe ho ba hlokang kodi. O baballa ba lokileng tseleng tsa bona, batshepuwa ba hae a ba sireletse. O tla utlwisisa ho loka, ho tshepeha, le ho nepahetseng, o utlwisise le ditsela tsohle, tsela tsohle, tse lokileng; hobane bohlale bo tla kena pelong ya hao, tsebo e be boithabiso, boithabiso ba pelo ya hao. O tla baballwa ke ho ba le kelello, kutlwisiso e o sireletse, e o pholose tseleng tse kgopo, e o phemise ba buang tse mpe, ba lahlang tsela tse lokileng, ba tsamayang tseleng tse lefifi. Bona ba thabela ho etsa bobe, ba thabela bokgopo ba ba kgopo, bao tsela tsa bona di kgopameng, metsamao ya bona e kgelohileng. O tla phemiswa mosadi wa sehlola, mosadi ya ekang ka dipolelo, ya sa tshepahaleng ho monna wa hae, ya lebalang selekane sa Modimo wa hae. Lapa la hae le kgannela lefung, tsela tsa hae di isa ho ba shweleng. Ba kenang lapeng leo ha ba ke ba kgutla, le tsela ya bophelo ha ba e fumane. Kahoo o tla tsamaya tseleng ya ba lokileng, o tsamaye tseleng ya ba hlokang kodi. Ba lokileng ba tla phela lefatsheng, ba hlokang kodi ba ahe ho lona. Ba kgopo ba tla fediswa lefatsheng, mahlabaphiyo a timetswe ho lona. Mora wa ka, se lebale thuto ya ka, pelong ya hao melao ya ka o e boloke, o tlo lelefaletswe matsatsi a hao, lemo tsa kgotso di tle di o atele. Eba le lerato, o be le botshepehi, molaleng wa hao o itlame ka tsona; o di ngole tlapeng la pelo ya hao. O tla ratwa ke Modimo le batho, o iketsetse lebitso mahlong a bona. Tshepa Morena ka pelo ya hao yohle, o se ke wa tshepa bohlale ba hao. Kenya Morena mererong ya hao, mo kenye ho yona yohle, tsela tsa hao a tla di otlolle. O se ipone o le bohlale, tshaba Morena, o sesefe bobe. O tla phela hantle mmeleng, masapo a hao a tiye. Tlotla Morena ka maruo a hao, le ka lopotsiya tsohle tsa dijalo tsa hao. Disiu tsa hao di tla sasamatswa ke tjhai, merifi ya hao e kgaphatsehe veine. Mora wa ka, se nyedise kgalemelo ya Morena, se kgathale ha a o laya, hoba Morena o kgalema eo a mo ratang, sa ntata, ngwaneng eo a mo ratang. Ho lehlohonolo ya iphumanetseng bohlale, ya bileng a fihletseng kutlwisiso, hoba bo feta silefera ka bohlokwa, ho bo fihlela ke tlotlo le fetang kgauta; bo kgahleha ho feta le mabenyane a bohlokwa, ha ho letho le ka bapiswang le bona; ka ho le letona bo kakatletse bolelele ba bophelo, ka ho le letshehadi bo kakatletse maruo le tlotla. Tsela tsa bona di a kgahleha, moo bo tsamayang teng ho rena kgotso. Ho ba bo kgomarelang ke fate sa bophelo, ho lehlohonolo ba itshwarellang ka bona. Ka bohlale Morena o radile metheo ya lefatshe, ka kelello Morena a ala le mahodimo; ka tsebo ya hae a arohanya madiba, maru a latsa phoka, a e latsa hodima lefatshe. Mora wa ka, boloka bohlale le tlhalohanyo, di se tlohe mahlong a hao. Tsena ho wena e tla ba bophelo, di qhake molala wa hao, di o kgabise. O tla tsamaya o sireletsehile, leoto la hao le ke ke la kgoptjwa. Ha o robala o ke ke wa tshaba letho, ha o robala o tla kgaleha thuwe! Se tshabe tlokotsi e o tlelang ka tsometso, kapa timetso e welang ba kgopo hodimo; hobane Morena ke yena letshepa la hao, leoto la hao le ke ke la wela lerabeng. Fana ka tse molemo ho ba di hlokang, ha o ena le matla a ho etsa jwalo. O se ke wa re ho wa heno: “Tsamaya o boele o kgutle, ke tla o nea yona hosasa,” empa o ntso ena le yona. O se ke wa rerela wa heno bokgopo, empa yena a phela le wena a o tshepile. Se qose motho ho se na lebaka, ha yena a sa o senyetsa letho. Se kgahlwe ke motho ya kgantshang bohanka, se latele le e nngwe ya tsela tsa hae. Morena o hloile ya sothang nnete, empa ya lokileng yena o a mo tshepa. Morena o rohaka malapa a ba kgopo; o hlohonolofatsa a ba lokileng. Morena o soma baikakasi, athe baikokobetsi o a ba hauhela. Ba bohlale bona o a ba tlotla, athe lefa la dithoto ke ho tlontloloha. Bana, mamelang thuto, thuto ya ntata lona, le e ele hloko, e tle le ruise kutlwisiso. Ke le nea thuto ya sebele, se e furalleng ke hona. Ha ke ne ke le ngwana ya ratwang ke ntatae, ngwana ya mong feela, sebokotswa-ke-mmae, ntate a na nthuta, a re: “Polelo tsa ka di se tlohe pelong ya hao, boloka taelo tsa ka o tle o phele. Iphumanele bohlale, iphumanele kutlwisiso, se lebale polelo tsa ka, o se di kgelohe; se furalle bohlale, bo tla o sireletsa; bo rate, bo tle bo o lebele. Bo kahodimo ho tsohle, iphumanele bona, ka tsohle tseo o nang le tsona, o bo reke, o iphumanele kutlwisiso. Bo thoholetse, bo tla o phahamisa; ha o bo kgomarela bo tla o tlotla. Bo tla kgabisa hlooho ya hao, bo e kgabise ka moqhaka o bohehang, bo o rwese mofapahlooho wa tlotla.” Mora wa ka, mamela, o amohele polelo tsa ka, lemo tsa bophelo ba hao di tle di ate. Ke o rutile tsela tsa bohlale, ka o tsamaisa tseleng tse otlolohileng. Ha o tsamaya o ke ke wa sitiswa ke letho, ha o matha o ke ke wa kgoptjwa. Tshwara thuto ena, o e mamarele, o e dise ka thata, ke yona bophelo ba hao. Se tsamaye tseleng tsa ba kgopo, se tsamaye tseleng ya baetsadibe. E kgese, o be o e kwekwetle; e kgelohe, o ikele ka tsela ya hao. Ha ba sa etse bokgopo ha ba robale, ba fadimehiswa ke takatso ya ho bolaya. Ba ja bohobe ba bokgopo, ba nwe veine ya meferefere. Tsela ya ba lokileng e ka mafube a meso, kganya ya yona e eketseha, ho fihlela hara mpa motsheare. Tsela ya ba kgopo e ka fifi le letsho, ha ba tsebe se ba kgothometsang. Mora wa ka, mamela mantswe ana a ka, o sekehele polelo tsa ka tsebe. Polelo tsa ka o se di lebale, o di boloke ka pelong ya hao; ke bophelo ho ba di amohelang, di phedisa mmele ya bona hamonate. Baballa pelo ya hao, e baballe ho feta tsohle, hobane ke yona diba sa bophelo. Se bue leshano ka molomo wa hao, puo tse thetsang di se tswe ka hanong la hao. Mahlo a hao a tadime kapele ho wena, dintshi tsa hao di se ke tsa panya. Qamaka ka hloko moo o hatang teng, tsela tsohle tsa hao di tle di tsitse. Se kgelohele ka ho le letona kapa ka ho le letshehadi, mehato ya hao e o phemise bokgopo. Mora wa ka, ela bohlale ba ka hloko, thuto ya ka o e sekehele tsebe, o tle o be le tlhalohanyo, molomo wa hao o rue tsebo. Molomo wa mosadi wa sehlola o qhitsa dinotshi, leme la hae le borethe ho feta leokwana; qetellong le baba sa leshokgwa, le bohale sa sabole, sabole e mahalemabedi. Maoto a hae a theohela lefung, mehato ya hae e lebisa lebitleng; tsela ya bophelo ha a re letho ka yona, metsamao ya hae e kgopametse moo a sa tsebeng. Kahoo bana ba ka, mmameleng ke hona: Polelo tsa ka le se ke la di kgeloha; le tsamayeng tseleng tse hole, tse hole le sehlola, monyako wa ntlo ya sona le se o atamele, esere matla a lona a itjellwa ke ba bang, dilemo tsa lona tsa fella ho ya sehloho, ba bang ba ithabisa ka maruo a lona, mofufutso wa lona wa ruisa lapa lesele. Qetello ya bophelo ba hao e tla ba mefehelo, ha mmele wa hao o motetse, o so le masatswane. O tla re: “Ke ne ke hloile ho kgalengwa, ho ntshwa diphoso le hona ke ho hloile! Thuto tsa baruti ba ka ke ne ke sa di natse, balai ba ka le bona ke sa ba mamele. Jwale ke fihlile dintshing tsa timelo, ke eme kahara phutheho yohle.” Jwale nwa metsi a diba sa ho tjhekwa ke wena, metsi a phallang a mohlodi wa hao. O re bonna ba hao bo tsholohele ditseleng, matla a bona a hafakwe mabaleng? Eka kgona e be ba hao o le inotshi, o se ka bo abelana le ba bang. Bonna ba hao bo ke bo hlohonolofale, o ithabise ka mosadi wa hao wa matswathaka, ya ratehang sa tshepe, ya natlailang sa kgama; kamehla matswele a hae a o thabise, kamehla rato la hae le ke le o hohele. Mora wa ka, ho ya kang ha sehlola se o hohela? O manamelang fubeng sa mosadi wa motho? Tsela tsohle tsa motho Morena o a di bona, metsamao yohle ya hae le yona o a e lekola. Motho ya kgopo o tshwaswa ke makgopo a hae, dikgwele tsa dibe tsa hae di mo kgatele ruri. O tla bolawa ke ho hloka kgalemo, tsela a e kgeloswe ke bothotohadi ba hae. Mora wa ka, ha o itlamme ho lefa molato wa wa heno, wa hlapanyetsa e mong ho mo lefella, polelo tsa hao di tla o tshwasa, mantswe a hao a o etsetse leraba. Ha o rata ho itokolla, mora ka, kahobane o tla be o le matsohong, matsohong a mohaeno, etsa tjena: Eya, o ikokobetse ho yena, o mo rapele ho fihlela a o mamela. O se ke wa robala, leha e le hona ho otsela. Ipholose sa tshepe matsohong a setsomi, ipholose sa nonyana rabeng la motshwasi wa yona. Hela! wena sekgoba, tsamaya o ye ho bohlwa! Hlahloba mekgwa ya bona, o tlo hlalefe! Leha bo se na motsamaisi, bo se na mmusi le mohlahlobi, hlabula bo ipatlela dijo tsa bona, bo ipokellele tsona ha ho kotulwa. Wena sekgoba, o tla robala ho fihlela neng? O tla tsoha neng borokong ba hao? O re: “A nke ke re shwa! ke boele ke re shwa! ke phuthaphuthe matsoho, ke iphomolele.” Fuma ba hao bo tla o nanarela, bo o nanarele jwaloka senokwane, tlala e o wele hodimo sa motho a nkile dihlomo. Motho e mobe, ya kgopo, o tsamaya a fefetha leshano; o roba leihlo la hae, a ngolangole fatshe ka leoto, a qhwayaqhwaye ka monwana; o rera thetso ka pelong ya hae, kamehla o jala moferefere. Koduwa e tla mo wela hodimo, e mo wele hodimo ka tsometso, a timetswe hanghang ho se na pheko. Ntho di tsheletse, tseo Morena a di hloileng, e, di supile tseo e leng manyala ho yena: Ke mahlo a ikgohomosang, leleme le tletseng thetso, matsoho a tshollang madi, madi a se nang molato; pelo e rerang bokgopo, maoto a potlakelang bobeng; paki ya bohata, e bolelang leshano, le ya jalang diqabang hara bana ba motho. Mora wa ka, boloka taelo tsa ntatao, o se furalle thuto ya mmao; di boloke ka pelong ya hao, di rwale molaleng wa hao. Ha o tsamaya di tla o etella pele, ha o robala ebe di a o lebela, ha o tsoha ebe di bua le wena. Taelo ke lona lebone, thuto ke lona lesedi, kgalemo ke bona bophelo, ho o phemisa mosadi wa sehlola, le molomomonate wa seraburabu. Pelo ya hao e se lakatse botle ba sona, mahlo a sona a se ka o hohela, hoba seotswa, le ka sengwatho o ka se reka, athe sehlola sona se tsoma bophelo ba hao. Na motho a ka okga mollo, a o okgela fubeng sa hae, ebe aparo tsa hae tsona ha di tuke malakabe? Na motho a ka tsamaya hodima mashala, ebe maoto a hae wona ha a tjhe? O jwalo ya kenang kobong tsa mosadi wa motho, ya amang mosadi, eo a ke ke a phema kahlolo! Shodu ha le utswa hoba le lapile, batho ha ba ke ba le nyedisa. Ha le ka tshwarwa le tla lefa hasupa, le lefe ka tsohle tsa lapa la lona. Motho ya febang o hloka kelello, ya etsang jwalo o timetsa bophelo ba hae; o tla batwa leoma a tlontlolohe, dihlong tsa hae di se ke tsa hlola di fela. Poulelo e halefisa monga mosadi, ha a iphetetsa ha a qenehele letho; a ke ke a amohela tefo ya mofuta ofe le ofe, a ke ke a kgotsofatswa ke dimpho, leha mpho tseo di ka ba ngata. Mora wa ka, boloka polelo tsa ka, o boloke taelo tsa ka, di boloke ka pelong ya hao. Boloka taelo tsa ka o tle o phele, thuro tsa ka le tsona di hlokomele; di hlokomele seka thaka ya ihlo la hao. Di tlamelle menwaneng ya hao, o di ngole tlapeng la pelo ya hao. Ere ho bohlale: “Wena kgaitsedi,” kutlwisiso yona e bitse motswalle wa hao. Di tla o phemisa mosadi, mosadi wa sehlola, mosadi ya ekang ka dipolelo. Fesetereng ya ntlo ya ka ka tadima ka mamatjana a yona. Ka tadima hara ba se nang tsebo, ka bona mohlankana ya hlokang kutlwisiso, a feta pela huku ya seterata, a tsamaya ka tsela e yang ha sehlola; e le ka shwalane, tsatsi le se le diketse, fifi la bosiu le qala ho aparela. Mosadi a betseha ho mo kgahlanyetsa, a apere jwaloka seotswa, ka maqheka a sona. O manganga, ke mmadiberwane, ke pheka-ke-leoto, ha a dule hae; ere a le seterateng, a be a se a le mabaleng, a qatjhama jwalo hukung tsa diterata. A mamarela mohlankana enwa, a mo aka, ka fahleho se hlokang tlhong a re ho yena: “Kajeno ke entse nyehelo ya ka, kano tsa ka kajeno ke di phethile, ke na le dijo tsa nyehelo eo, ke na le tsona ha ka; ke tlile tjena ho o kgahlanyetsa, kgale ke o batla, jwale ke o fumane! Hodima moalo wa ka ke adile masela a lene, lene e mebalabala e tswang Egepeta. Ke nonoditse moalo wa ka ka mmira, ka o nonotsa ka lekgala le sinamone. Tloo, re kgotsofatse rato la rona ho fihlela bo esa, re ithabise ka ho mamarelana. Hae mona monna wa ka ha a yo, o nkile leeto, o ile hole. O nkile mokotlana o tletse tjhelete, o tla kgutlela hae kgwedi e tolokile.” Ka puo tsa lehelehele lena mohlankana a ineela, ka molomo wa lona o ekang, mohlankana a hapeha. Ka ho panya ha ntshi mohlankana a le sala morao, a le latela sa pholo e iswa tlhabong, sa kgama e tlolela ka lemeneng; sa nonyana e tshwaswa ke raba le tjhehilwe, e sa tsebe hore jwale e ya lefung, ho fihlela ha motsu o e phunya sebete. Jwale bana ba ka mmameleng, sekehelang polelo tsa ka tsebe. Pelo tsa lona di se latele mekgwa ya seotswa, le se tsamaye mehlaleng ya sona. Mahlatsipa a mangata se a entse mofela, tshwele la ba bolailweng ke sona ha le na palo. Ntlo ya sona ke tsela e isang lebitleng, ke mmila o isang Nqalong ya Bafu. Na ebe bohlale ha bo howe? Kutlwisiso yona ha e phahamise ntswe la yona? Bo eme tseleng tse phahameng, bo eme mateanong a ditsela. Bo howeletsa bo le kgorong tsa motse, bo howeletsa bo le monyako wa motse: “Banna, mamelang, ke bitsa lona, ke ipiletsa ho batho bohle. Lona ba se nang tsebo ithuteng bohlale! Lona dithoto batlang kutlwisiso! Theang tsebe ke le bolelle tsa bohlokwa, ke le phatlalletse tse lokileng. Ke tla bua nnete feela, hobane bokgopo ke bo hloile. Polelo tsohle tsa ka ke tsa nnete, thetso le bomenemene ha di yo ho tsona, di utlwahala tsohle ho ya nang le kelello, di nepahetse tsohle ho ba nang le tsebo. Inkeleng thuto ya ka ho ena le silefera, ikgetheleng tsebo ho ena le kgauta. “Bohlale bo molemo ho feta mabenyane a bohlokwa, ha ho letho le ka bapiswang le bona. Nna, Bohlale, ke fana le ka masene, tsebo le tlhalohanyo le tsona ke di ruile. Ho tshaba Morena ke ho hloya bobe, ke hloile boikgohomoso, ke hloile le boikakaso, boitshwaro bo bobe le leshano le tsona ke di hloile. Boeletsi le ho ba sedi le tsona ke tsa ka, kutlwisiso le matla le tsona ke tsa ka. Ke ka nna kgosi di tsebang ho rena, le babusi ba etsang melao e lokileng. Ke ka nna mahosi le mahosana a tsebang ho busa, le baahlodi bohle ba tsebang ho ahlola. Ba nthatang le nna ke a ba rata, ba mpatlang bona ba tla mphumana. Ho nna maruo le tlotla di teng, maruo a sa feleng le hona ho loka. Tholwana ya ka e kgahleha ho feta kgauta, e feta kgauta e hlwekisitsweng, tse fumanwang ho nna di feta silefera e hlwekisitsweng. Ke tsamaya tseleng ya toka, tsela ya ka ke tsela ya molao. Ba nthatang ke ba abela lefa, matlole a bona ke a tlatse, a be mohlohlo. “Morena o mpopile qalehong ya mesebetsi ya hae, pele ho mesebetsi ya hae, mesebetsi ya kgalekgale; ke hlodilwe kgale, pele ho mehla yohle, ke hlodilwe tshimolohong, fatshe le eso be teng. Ka tswalwa pele mawatle a eba teng, didiba tse kollang di eso ka di runya; ka tswalwa thaba di eso ka di thewa, ka tswalwa le maralla a eso be teng, pele fatshe le eba teng le masimo a lona, pele role la lefatshe le lona le eba teng. Ke ne ke le teng ha a bea mahodimo bakeng sa wona, a seha moedi wa loapi, a o seha hodima mawatle; ha a etsa lenamola la maru, a le etsa sepakapakeng, a phunya mehlodi ya madiba a e tsitsisa; ha a sehela lewatle moedi wa lona, metsi a se ke a tlola taelo ya hae; le ha a rala metheo ya lefatshe. Ke ne ke le tsoho la hae le letona, ka matsatsi wohle ke mo thabisa, ke nyakaletse ke le kapele ho yena; ke thabetse lefatshe e le la hae, ke thabetse le batho a ba bopile. “Jwale, bana ba ka, mmameleng! Ho lehlohonolo ba tsamayang tseleng tsa ka. Mamelang thuto ya ka le tle le hlalefe, le se ke la hana ho e mamela. Ho lehlohonolo motho ya mmamelang. ya lebelang kamehla menyakong ya ka, ya kokomalang thuleng la ntlo ya ka. Ya mphumanang o fumana bophelo, Morena o tla mo rekolohela. Ya sa mphumaneng o ipea kotsing, bohle ba ntlhoileng bona ba rata lefu.” Bohlale bo hahile ntlo ya bona, ba hloma ditshiya tsa yona, ba di hloma di supile; ba hlaba dikgomo, ba ritela veine, tafoleng ya bona ba bea mapetle. Bo romme makgabunyane a bona ho ya howa a le qhoweng ya motse: “Bohle ba se nang tsebo ba ke ba tle kwano!” Le ho ba hlokang kelello bo re: “Tloong le tlo ja, le itjelle dijo tsa ka, le inwelle veine eo ke e ritetseng. Furallang ba se nang tsebo le tle le phele, le tsamaye tseleng ya kutlwisiso. “Ya layang mosomi o ipiletsa mahlapa, ya kgalemang ya kgopo o ipiletsa ho tlontloloha. Se kgaleme mosomi, esere a o hloya, kgalema ya bohlale, yena o tla o rata. Rupela mohlalefi a tla hlalefe haholo, o rute ya lokileng a eketse thuto ya hae. “Ho tshaba Morena ke qaleho ya bohlale, ho tseba Ya Halalelang ke yona kutlwisiso. Ke ka nna bohlale tshiu tsa hao di tla anafala, lemo tsa bophelo ba hao di lelefatswe. Haeba o le bohlale, bohlale ba hao bo tla o putsa, haeba o le mosomi, molato e tla ba wa hao.” Bothoto bo ka mosadi, mosadi ya lerata haholo: Ha a tsebe letho, ke tseketseke. O kokomala monyako wa ntlo ya hae, tulong se beilweng qhoweng, sa bewa qhoweng ya motse. O emeletse ho bitsa, ho bitsa bo-mofeta-ka-tsela, ba ikelang ka tsela tsa bona. O re: “Kenang le mona lona ba se nang tsebo!” O rialo ho ba hlokang kelello. “Metsi a utsuwang a monate haholo, qhoqha e jelwang sephiring e a hlabosa!” Ya se nang tsebo ha a tsebe hore lefu le laletse moo, baeti ba mosadi eo ba feletse lebitleng. Ana ke maele a Solomone: Ngwana ya bohlale o thabisa ntatae, ngwana ya sethoto ke masisapelo ho mmae. Maruo a fumanweng ka bokgopo ha a na thuso, empa toka e lokolla motho lefung. Ba lokileng Morena ha a ba bolaise tlala, takatso tsa ya kgopo o a di nyopisa. Ya phuthileng matsoho o tla futsaneha, athe matsoho a kgothetseng a ruisa monga wona. Ya bokellang dijo hlabula ke ngwana ya bohlale, ya robalang ha ho kotulwa o hlabisa dihlong. Mahlohonolo a aparela ba lokileng, polelo tsa ya kgopo di kwetlile bosoro. Ho hopolwa ha mofu ya lokileng ho lehlohonolo, empa bitso la ya kgopo le ke ke la hopolwa. Ya bohlale o tla mamela molao pelong ya hae, sethoto se beberang sona se tla timela. Motho wa nnete o tsamaya a sireletsehile, ya se nang nnete, yena o tla senolwa. Ya iphapanyetsang phoso o baka moferefere, sethoto se beberang sona se tla timela. Polelo tsa ya lokileng ke diba sa bophelo, athe tsa ya kgopo tsona di kwetlile bosoro. Lehloyo le fehla moferefere, athe lerato lona le iphapanyetsa diphoso tsohle. Bohlale bo fumanwa dipolelong tsa ya nang le kutlwisiso, empa thupa e kgalema ya se nang kutlwisiso. Ba bohlale ba ipokellela tsebo, empa polelo tsa sethoto di isa timelong. Morui o tshepile maruo a hae, mofutsana o timetswa ke bofuma ba hae. Mesebetsi ya ba lokileng e ba tlisetsa bophelo, empa ya ba kgopo e ba hulela sebeng. Ya mamelang ha a kgalengwa o tseleng ya bophelo, empa ya sa mameleng, yena o a kgeloha. Ya patang lehloyo ke mothetsi, ya sebang ba bang, yena ke sethoto. Ya buang haholo sebe se teng polelong tsa hae, ya sa buabueng yena ke motho ya bohlale. Polelo tsa ya lokileng ke silefera e hlwekisitsweng, pelo ya ya kgopo ha e na thuso. Polelo tsa ba lokileng di ruta ba bangata, thoto tsona di shwa ke ho hloka kutlwisiso. Hlohonolo la Morena le entsha motho, ha ho maswabi ao le a tlisang. Sethoto se thabela ho etsa bobe, ya nang le kutlwisiso o thabela bohlale. Se tshajwang ke ya kgopo se tla mo wela hodimo, empa takatso ya ya lokileng e tla phethahatswa. Sefefo se sheshena ya kgopo se ye le yena, motheo wa ya lokileng o hlola kamehla yohle. Jwalokaha asene e thellisa meno a motho, mosi le wona o llisa mahlo a motho, sekgoba se jwalo ho ba se romang. Ho tshaba Morena ho lelefatsa phelo ba motho, empa lemo tsa ba kgopo di tla kgutsufatswa. Letshepa la ba lokileng le hlahisa thabo, athe la ba kgopo lona le a nyamela. Tsela ya Morena ke tshabelo sa ba lokileng, empa ba kgopo bona e a ba timetsa. Ya lokileng a ke ke a sisinyeha, empa ba kgopo ba tla fela lefatsheng. Molomong wa ya lokileng ho tswa bohlale, leme le kgopameng le tla pongwa. Ya lokileng o bua puo tse thabisang, athe ya kgopo o tseba ho sokamisa ditaba. Morena o hloile sekala se qhekanyetsang, empa boima bo nepahetseng bona bo a mo thabisa. Boikakaso bo etella dihlong pele, boikokobetso bona bo tsamaya le bohlale. Ba tshepahalang ba tataiswa ke botshepehi ba bona, ba sa tshepahaleng bona ba timela, ba timetswa ke ho se tshepahale ha bona. Kgalefo ya Modimo e ke ke ya fediswa, ya fediswa ke maruo a motho, empa ho loka ho lopolla motho lefung. Ho loka ha ba se nang molato ho lokisa tsela tsa bona, ba kgopo ba timetswa ke bokgopo ba bona. Ho loka ha ba lokileng ho a ba lopolla, ba hlokang botshepehi ba tshwaswa ke ditakatso, takatso tsa bona tse mpe. Ha ya kgopo a eshwa, tshepo ya hae e a fela, maruo ao a neng a a tshepile le wona a a fela. Ya lokileng o pholoswa tsietseng ya hae, ebe ya kgopo yena o wela ho yona. Polelo tsa ya kgopo di timetsa mohahabo, empa ya lokileng yena o pholoswa ke tsebo. Ha ba lokileng ba atleha motse o a nyakalla, ha ba kgopo ba timela, hara motse ke medidietsane. Ho hlohonolofatswa ha ba lokileng ho haha motse, athe leme la ya kgopo lona le a o timetsa. Sethoto se nyedisa mohahabo sona, empa ya nang le kutlwisiso yena ke lethola. Ya ratang ditshebo o hlahatsa makunutu, ya tshepahalang yena o na le sefuba. Tjhaba se hlokang botsamaisi se a lahleha, se nang le baeletsi ba bangata se a bolokeha. Ya itlamang ka molato wa motho o a itsietsa, ya hanang ho itlama o iphemisa kotsi. Mosadi ya mosa o kgaba ka hlompho, banna ba dikgoka ba ikgapela maruo. Monna ya mohau o iketsetsa tse molemo, athe ya sehloho yena o a itshitelwa. Motho ya kgopo o amohela moputso wa bolotsana, ya jalang ho loka o kotula moputso wa nnete. Motho ya lokileng o tla rua bophelo, ya pheeletseng bobe yena o tla timela. Morena o hloile ba pelo di kgopo, empa o thabela ba metsamao e lokileng. Ruri ba kgopo ba tla ahlolwa, ba lokileng bona ba pheme kahlolo. Mosadi ya hlokang boitshwaro leha a le motle, o jwaloka sale la kgauta nkong ya kolobe. Ya lokileng o lakatsa tse molemo, ya kgopo yena o emetswe ke kgalefo. E mong o fana haholo, leruo le mo atele, e mong e be lekgonatha, bofuma bo mo aparele. Ya fanang haholo o tla fumana katleho, ya fanang ka metsi le yena o tla a fuwa. Ya hanang ho rekisa koro batho ba a mo rohaka, empa ya ba rekisetsang yena o a hlohonolofala. Ya pheellang tse molemo o tla hauhelwa, ya pheellang bobe bo tla mo wela hodimo. Ya tshepang maruo a hae o tla timela, ya lokileng o atleha jwaloka hlaku le letalana. Ya hlorisang lapa la hae a ke ke a rua letho, sethoto se tla fetoha kgoba la ya bohlale. Tholwana ya ho loka ke sefate sa bophelo, ya bohlale yena o hapa meya ya batho. Ya lokileng o tla fumana moputso a sa phela, ya kgopo le moetsadibe le bona ba tla putswa. Ya ratang ho lauwa o rata tsebo, ya hloileng ho kgalengwa ke phoofolo ya naha; ya lokileng Morena o a mo hauhela, ya merero e mebe yena o a mo ahlola. Bokgopo ha bo ke be bo bope motho, ba lokileng bona ba ke ke ba sisinngwa. Mosadi ya lokileng ke moqhaka ho monna wa hae, ya hlabisang dihlong yena ke mofetshe, ke mofetshe o jang monna hae masapo. Merero ya ya lokileng e nepahetse, keletso tsa ya kgopo di tletse thetso. Polelo tsa ya kgopo ke maraba a ho bolaya, empa tsa ya lokileng tsona di a pholosa. Ho hlolwa ha ba kgopo ke ho fela ha bona, athe lapa la ya lokileng lona le tiya kamehla. Motho o babatswa ka baka la bohlale ba hae, empa ya pelo e kgopo yena o a nyediswa. Ho molemo ho nyatswa o ena le kgoba le le leng, ho ena le ho hlomphuwa o bolawa ke tlala. Ya lokileng o baballa phoofolo ya hae, mohau wa ya kgopo o kwetlile sehloho. Ya lemang masimo a hae o tla tjhaya haholo, ya pheellang mafeela yena o hloka kelello. Ya kgopo o labalabela qhoqha ya mahahapa, empa ya lokileng yena o a atleha. Motho ya kgopo puo tse mpe tsa hae di a mo kgata, empa ya lokileng yena o phema tsietsi. Motho e mong o atlehiswa ke dipuo tsa hae, athe e mong o putswa ho ya ka mesebetsi ya hae. Tsela ya sethoto e bonahala e lokile ho sona, empa ya bohlale o amohela keletso. Sethoto se sitwa ho itshwara ha se halefa, empa ya bohlale o iphapanyetsa dikgopiso. Paki ya sebele e bua nnete eo e e tsebang, empa ya bohata yona e bua leshano. Polelo tsa ya phasolohang di hlaba jwaloka sabole, leleme la ya bohlale lona le a fodisa. Polelo tsa nnete di hlola kamehla, athe leshano ha le na mokoka. Pelong tsa ba rerang bobe ho tletse thetso, empa tsa ba rerang kgotso tsona di tletse thabo. Ba lokileng ba ke ke ba hlahelwa ke ditsietsi, empa ba kgopo ba tla aparelwa ke bobe. Morena o hloile motho ya buang leshano, empa ya buang nnete yena o a mo thabisa. Mohlalefi ha a boledisake tsebo ya hae, sethoto sona se pepesa bothoto ba sona. Ya sebetsang ka thata ke yena ya tla busa, empa sekgoba sona se tla fetoha lekgoba. Ho feha matshwafo ho nyahamisa pelo ya motho, polelo e monate yona e a e thoba. Ya lokileng ke mohlala ho ba ahisaneng le yena, ba kgopo ba tsamaya tseleng e kgelosang. Sekgoba se kgutla tsholong se itlhophere, athe tjhai ya sehwai e sasamatsa disiu. Tsela tse lokileng di isa bophelong, di kutlehile hantle, ha di ise timelong. Mora ya bohlale o mamela thuto ya ntatae, empa moikakasi ha a natse kgalemo. Motho o kgola tholwana tse monate, tholwana tsa dipuo tsa hae, ya sa tshepahaleng yena o lapetse mahahapa. Ya tshwarang leme la hae o baballa bophelo ba hae, ya phasolohang feela yena o tla timela, Sekgoba se a lakatsa, empa ha se fumane letho, sekgothadi se a atleha, se kgotsofatswa ke tsohle. Motho ya lokileng o hloile leshano, ya kgopo ha a na dihlong, o a swabisa. Toka e sireletsa ya lokileng, bokgopo bona bo kudupanya baetsadibe. E mong o iketsa morui, a se na letho, e mong a iketse mofutsana, a hafa ka nkatana. Bophelo ba motho bo ka lopollwa ka maruo a hae, mofumanehi yena ha a ke a sokelwa ke motho. Lebone la ya lokileng le tuka haholo, empa bone la ya kgopo lona le tla tingwa. Dikgang di hlahiswa ke boikakaso, bohlale bo fumanwa ho ba mamelang dikeletso. Maruo a bolotsana a tla fela hang, a kolletswang kahanyane wona a a eketseha. Tshepo e sa phethahaleng e nyahamisa pelo, takatso tse phethahatswang di ka fate sa bophelo. Ya nyefolang dikeletso o tla timela, ya bolokang molao o tla amohela moputso. Thuto ya ya bohlale ke sediba sa bophelo, e phemisa motho maraba a lefu. Kelello e tjhatsi ho bohle e a kgahleha, tsela ya ba sa tshepahaleng e isa timelong. Motho ya bohlale o sebetsa ka kelello, sethoto sona se pepesa bothoto ba sona. Leqosa le kgopo le welwa ke ditsietsi, moromuwa ya tshepahalang o tlisa tse molemo. Bofuma le dihlong di wela ya hanang kgalemo, tlotla e aparela ya sa haneng ho nyatsuwa. Se labalabelwang ha se fihletswe se a thabisa, dithoto tsona ha di rate ho tela bobe. Ya tsamayang le bahlalefi o a hlalefa, molekane wa dithoto yena o a thotofala. Bobe bo salama baetsadibe, ba lokileng bona ba putswa ka tse molemo. Monna ya lokileng o siela tloholo tsa hae lefa, leruo la moetsadibe ke lefa la ba lokileng. Masimong a mofutsana tjhai e ba ngata, ba hlokang toka bona ba a e fedisa. Motho ya sa shapeng mora hae o mo hloile, athe ya ratang mora hae yena o a mo kgalema. Ya lokileng o a ja, a ikgotsofatse, empa ya kgopo yena o ngongorehela dijo. Mosadi ya bohlale o haha lapa la hae, empa ya sethoto o le qhala ka matsoho a hae. Motho ya lokileng o tshaba Morena, empa ya kgopo yena o nyedisa Morena. Polelo tsa sethoto di se otlela boikgantsho, empa tsa ba bohlale tsona di a ba sireletsa. Moo kgomo di leng siyo sejelo ha se na letho, tjhai e ba ngata ka matla a dipholo. Paki e tshepahalang ha e ke e thetsa, empa ya bohata yona e bua leshano. Mosomi o batla bohlale, empa ha a bo fumane, ya nang le kutlwisiso tsebo o e fumana habonolo. Sutha pela sethoto, hobane ho sona tsebo ha e yo. Ya bohlale o tseba ho kgetha tsela ya hae, sethoto se ithetsa ka bothoto ba sona. Dithoto di tadima sebe e le papadi, ba lokileng ba tseba molemo wa poelano. Motho o tseba bohloko ba pelo ya hae, ha ho e mong ya ka utlwang thabo ya yona. Ntlo ya ya kgopo e tla heletswa, leaho la ya lokileng lona le tla atleha. Tsela e teng e bonahalang e lokile ho monga yona, empa e qetella ka ho isa lefung. E mong o tsheha a ntsa hlomohile, tsheho la hae le qetelle ka maswabi. Motho ya kgopo o ahlolelwa melato ya hae, ya lokileng yena o putsetswa diketso tsa hae. Kamehla ya se nang tsebo ke tumelakgweela, empa ya bohlale eka kgona a ikgodise. Motho ya bohlale o tshaba bobe, o a bo ila, empa sethoto se a tlatselela, se a itshepa. Motho ya halefang kapele o etsa bothoto, ya nang le mehopolo e mebe batho ba a mo hloya. Lefa la ba se nang tsebo ke bothoto, athe moqhaka wa ba bohlale ke tsebo. Ba kgopo ba kgumama kapela ba lokileng, baetsadibe bona kapela kgoro tsa ba lokileng. Mafutsana a hloilwe le ke ba ahisaneng le wona, empa barui ba na le metswalle e mengata. Ya nyedisang ya ahisaneng le yena o etsa sebe, empa ho lehlohonolo ya hauhelang mofutsana. Ba rerang bobe ba a lahleha, empa ba rerang botle ba fumana mohau le nnete. Mesebetsi yohle e na le moputso wa yona, empa ho berabera hona ho a futsanehisa. Meqhaka ya ba bohlale ke maruo a bona, bothoto ba dithoto bona bo tswala bothoto. Paki ya nnete e pholosa batho, athe ya bohata yona e bua leshano. Ya tshabang Morena o na le qhobosheane, bana ba hae ba fumana setshabelo. Ho tshaba Morena ke sediba sa bophelo. ya mo tshabang o phema maraba a lefu. Tlotla ya kgosi ke ho busa tjhaba se le sengata, athe kgosana e timela ke ho hloka setjhaba. Ya diehang ho halefa o na le kutlwisiso, athe sefelapelwana se bontsha bothoto. Pelo e nang le kgotso e phedisa motho hantle, empa mona o bodisa masapo a motho. Ya hatellang mofutsana o nyedisa Mmopi wa hae, empa ya mo hauhelang yena o tlotla Modimo. Ya kgopo o fediswa ke bokgopo ba hae, ya lokileng o na le letshepa, esita le lefung la hae. Ya nang le kutlwisiso o ruile bohlale, le hara dithoto bo a itotobatsa. Ho loka ho atlehisa setjhaba, empa sebe ke sekgobo ho sona. Kgosi e kgahlwa ke mohlanka ya bohlale, athe ya hlabisang dihlong yena e a mo halefela. Ya arabang ka boikokobetso o tima kgalefo, empa polelo e kgahlapetsang e baka bohale. Leme la ya bohlale le ratisa batho tsebo, empa molomo wa sethoto o kopotsa bothoto. Mahlo a Modimo a bona kahohle, a disa ba kgopo le ba lokileng. Leme le thabisang ke fate sa bophelo, empa le thetsang le senya pelo ya motho. Sethoto se nyedisa thuto ya ntata sona, athe ya ratang kgalemo yena o a hlalefa. Ka tlung ya ya lokileng leruo le teng, empa ya kgopo leruo le mmakela ditsietsi. Molomo wa ya bohlale o jala tsebo, pelo ya ya sethoto yona e mpe. Mahlabelo a ya kgopo ke manyala ho Morena, empa thapelo ya ya lokileng e a mo kgahla. Ditsela tsa ya kgopo ke manyala ho Morena, ya labalabelang ho loka yena o a mo rata. Ya kgelohang tsela o tla otlwa haholo, ya hloileng kgalemo yena o tla timela. Morena o tseba tse ka Nqalong ya Bafu, le tse ka ho ya Timelo o a di tseba, a ka sitwa keng ho tseba makunutu a batho? Mosomi yena o hloile kgalemo, le ho ba bohlale a ke ke a batla keletso. Pelo ha e thabile sefahleho se kganya kgotso, empa ha e hlomohile motho o utlwa bohloko. Ya nang le kutlwisiso o labalabela tsebo, athe dithoto tsona di labalabela bothoto. Ya tshwenngwang o phela habohloko ka nako tsohle, ya thabileng yena o keteka kamehla. Sejosenyane se molemo ha o tshaba Morena, ho ena le maruo a o bakelang ditsietsi. Ho molemo ho ja moroho o fanwang ka lerato, ho ena le matshufu a fanwang ka lehloyo. Motho ya bohale o baka diqabang, ya nang le mamello yena o a di fedisa. Tsela ya sekgoba e ririellane meutlwa, athe ya ya lokileng yona e bataletse hantle. Ngwana ya bohlale o thabisa ntatae, empa sethoto sona se nyedisa le mma sona. Ya hlokang bohlale o thabiswa ke bothoto, ya nang le kutlwisiso yena o etsa ho lokileng. Ya sa rateng dikeletso merero ya hae e a nyopa, ya eletswang ke ba bangata yena o a atleha. Karabo e nepahetseng e thabisa monga yona, e tlang ka nako ya yona e molemo hakaakang! Ho ya bohlale tsela ya bophelo ke e yang hodimo, ho mo phemisa ho theohela lebitleng. Morena o timetsa lapa la moikgantshi, empa o sireletsa moedi wa lapa la mohlolohadi. Mehopolo ya ya kgopo ke manyala ho Morena, polelo tsa ya lokileng tsona di kgahlisa Morena. Ya meharo o tlisetsa lapa la hae tsietsi, Ya hloileng tjotjo yena o tla phela. Ya lokileng o inahana a eso arabe, molomong wa ya kgopo bokgopo bo a kopotsa. Morena o emeletse thoko, thoko le ba kgopo, thapelo ya ba lokileng o e sekehela tsebe. Ho tadima motho hantle ho thabisa pelo ya hae, taba tse molemo di mo tsosa molota. Ya mamelang kgalemo e isang bophelong, o tla dula hamonate hara ba bohlale. Ya sa natseng thuto o a inyedisa, empa ya mamelang kgalemo o ekeletswa kutlwisiso. Ho tshaba Morena ho ruta motho bohlale; ikokobetse pele, mme o tla tlotlwa. Pelo ya motho e rera merero, tseo a di buang di laolwa ke Morena. Ketso tsa motho di tadimeha di lokile ho yena, empa Morena o lekola sepheo sa hae. Bea mesebetsi ya hao atleng tsa Morena, mme merero ya hao e tla phethahala. Tsohle Morena o di entse ka morero wa hae, le ya kgopo tsatsi la ditlokotsi le mo emetse. Motho ya ikgantshang, Morena o a mo nyonya, ya jwalo Morena o tla mo ahlola. Sebe se hlakolwa ke lerato le botshepehi; ya tshabang Morena bobe o tla bo phema. Eo metsamao ya hae e kgahlang Morena, Morena o mo phedisa ka kgotso le dira tsa hae. Sejosenyane se molemo ha se fumanwe ka toka, ho ena le maruo a fumanwang ka bolotsana. Motho o itherela tsela ya hae, empa ke Morena ya mo tataisang. Diqeto tsa kgosi di tswa ho Modimo, ha e ahlola e ahlola ka toka. Tekanyo tse nepahetseng ke tsa Morena, majwe a supang boima a entswe ke yena. Kgosi di nyatsa ketso tse manyala ho loka hona ho tsitsisa mmuso. Molomo o buang tse lokileng o thabisa dikgosi, dikgosi di rata motho ya buang nnete. Kgalefo ya kgosi e tshwana le ya tlisang pehi, empa ya bohlale o kokobetsa kgalefo. Ho thaba ha kgosi ho a phedisa, mohau wa yona o ka leru la pula selemo. Ho fumana bohlale ho molemo ho feta kgauta, ho fumana kutlwisiso ho molemo ho feta silefera. Tsela ya ba lokileng e kgeloha bobe, ya e hlokomelang o baballa bophelo ba hae. Boikakaso bo etella timelo pele, boikgohomoso bo etelle ho wa, pele. Ho molemo ho ikokobetsa o le hara mafutsana, ho ena le ho arolelana kgapo le baikgohomosi. Ya elang ditaelo hloko o a atleha, ya tshepang Morena o a hlohonolofala. Ya bohlale ho thwe o na le kutlwisiso, polelo tse monate tsona di a kgodisa, Bohlale ke diba sa bophelo ho ya nang le bona, ho ruta dithoto ke ho itshenyetsa nako. Ya bohlale o hlalefiswa ke pelo ya hae, le seo a tla se bua o se rutwa ke yona. Polelo tse monate di ka mahe a dinotshi, moyeng di a hlabosa, di matlafatse mmele. Tsela e teng e bonahalang e lokile ho monga yona, empa e qetella ka ho isa lefung. Sekgothadi se a itshebeletsa, se itshebeletsa ka thata, hobane se lakatsa ho ikgotsofatsa. Senokwane se rera bobe, molomong wa sona ho tswa tse tjhesang sa malakabe. Motho ya kgopo o duka kgotso, mosebi yena o qabanya metswalle, metswalle ya hlooho ya kgomo. Motho ya dikgoka o hohela ya ahisaneng le yena, a mo tsamaise tseleng tse sa lokang, Ya robang leihlo o rera bokgopo, ya petlang melomo bobe o sa bo entse. Moriri o moputswa ke mofapahlooho o kgabane, o fumanwa ke ya phelang ka ho loka. Ya nang le mamello o molemo ho feta ya dikgoka, ya itshwarang ha a halefile o feta ya hapang motse. Batho ba laola ditaba ka lotho, empa diqeto tsona ke tsa Morena. Ho molemo ho itjella dikokotwana, ho itjella tsona ka kgotso, ho ena le ho phela tlung e nang le kgora le diqabang. Mohlanka ya masene a ka busa mora, a busa mora ya sethoto wa monga hae, a arolelwa lefa jwaloka bana ba monga hae. Silefera e hlwekiswa ka ho qhibidiswa pitseng, kgauta yona e hlwekiswa ka sebopi sa yona; athe dipelo tsona di hlahlojwa ke Morena. Ya etsang bokgopo o mamela polelo tsa leshano, ya leshano yena o mamela tsa bokgopo. Ya somang mafutsana o soma Mmopi wa hae, ya thabelang tsietsi tsa e mong yena o tla otlwa. Ditloholwana ke mofapahlooho, mofapahlooho a boraputswe, bana ba ithaba ka batswadi ba bona. Sethoto ha se lokelwe ke puo tsa bokgeleke, puo ya leshano ha e lokele kgosana. Tjotjo ke hakwe la bohlokwa, ke la bohlokwa ho mo-e-fani, e mo atlehisa ho tsohle tseo a di etsang. Ya lalang diphoso ka mmele o qeka ho ratwa, athe ya di pepesang yena o senya setswalle. Ya bohlale o phakisa ho amohela kgalemo, thoto ha se shapuwa halekgolo ha se mamele. Motho ya kgopo o thabela meferefere, ya jwalo o romellwa leqosa, leqosa le sehloho. Ho molemo ho kopana le bere e tshehadi, bere e nketsweng madinyane a yona, ho ena le ho kopana le sethoto se poqang bothotong ba sona. Ya buseletsang botle ka bokgopo, bokgopo bo ke ke ba tloha lapeng la hae. Qabang e qala jwaloka metsi a faposwa mosele, wena e kwekwetle e eso ka e kekela. Ya lokollang ya kgopo le ya ahlolang ya lokileng, bobedi ba bona ke manyala ho Morena. Thuso ke efe, ya ho nea sethoto tjhelete athe ha se na kutlwisiso ya ho reka bohlale? Motswalle o na le lerato kamehla, ngwanabo motho o tswaletswe ho thusa, ho thusa mohla tsatsi la ditsietsi. Ya hlokang kelello o itlama ka ditshepiso, o itlama ho lefa melato ya ba bang. Ya ratang diphapang o rata sebe, ya ikgohomosang o ipitsetsa timelo. Motho ya pelo e kgopo ha a atlehe; ya leme le tletseng thetso o tla timela. Ya tswalang sethoto o itswalla ditsietsi, ntata sethoto o hloka thabo. Pelo e thabileng e tseba ho fodisa, empa moya o hlorileng o tepeletsa mmele. Motho ya kgopo o amohela tjotjo sephiring, ka yona o kgopamisa ditsela tsa toka. Bohlale bo mahlong a ya masene, mahlo a sethoto wona a thalatsa kahohle. Mora ya sethoto o tlisa masisapelo ho ntatae, bohloko ba pelo ya mmae bo baba seka leshokgwa. Ke phoso ho ahlola motho a se na molato, kapa ho otlela mahosana ho loka ha wona. Ya nang le tsebo o tswara leme la hae, ya nang le kutlwisiso ha a ke a halefa. Sethoto ha se kgutsitse ho thwe se hlalefile, se na le kutlwisiso ha se tshwara leme la sona. Ya iketsang mokgelo o ithata boyena, tsohle tsa bohlale o hanyetsana le tsona. Sethoto ha se thabele ho ba le kutlwisiso, se thabela ho pepesa mehopolo ya sona. Bokgopo bo tsamaya le ho tella, dihlong di tsamaya le ho nyatseha. Dipolelo tsa motho di ka bodiba, mohlodi wa bohlale e ka diba se runyarunyang. Ha ho molemo ho bontsha leeme ho ba kgopo, ebe o sitisa ya lokileng ho ahlolelwa ka toka. Leleme la sethoto le baka diqabang, polelo tsa sona di se memela ho shapuwa. Sethoto se timetswa ke dipuo tsa sona, se tshwaswa ke leraba la polelo tsa sona. Polelo tsa heletwane di a hlabosa, di theohela hamonate ka pelong ya motho. Ya monyebe mosebetsing wa hae, yena ke ngwanabo sesenyi. Lebitso la Morena ke qhobosheane, ya lokileng o tshabela teng, a sireletsehe. Matlotlo a barui ke qhobosheane ya bona, ba hloma e ka ke marako a phahameng, a ba sireletsang. Boikakaso bo etella timelo pele, boikokobetso bona bo tla pele ho tlotla. Ya arabang a sa imamela hantle ke sethoto, o hlabisa dihlong. Ya kulang o matlafatswa ke moya wa hae, moya o hlomohileng o ka phekolwa ke mang? Ya nang le kutlwisiso o fumana tsebo, tsebe ya ya bohlale e lethwethwe ho mo mamela. Mpho e betlela mofani tsela, e mmee kapele ho mahosi a hae. Moqosi ha a bua ka kgotla e ye e ke o bua nnete, ho fihlela ha moqosuwa a mo hloma dipotso. Ha laola ka lotho ho fedisa diqabang, ho namole ba matla, ba lwantshanang. Ngwanabo motho ha a kgenne o thata ho feta qhobosheane, qhobosheane e matla, diphapang tsona e ka mekwallo ya qhobosheane. Motho o kotula seo a se jalang ka leme la hae, o kgotsofatswa ke polelo tsa molomo wa hae. Leleme le ka phedisa, hape le ka bolaya, ba ratang ho hehla ba tla kotula tholwana tsa hona. Ya inyaletseng mosadi wa sebele o lehlohonolo, ya jwalo Morena o mo hauhetse. Mofumanehi o kopa mohau ka boikokobetso, morui ha a araba o moshashabetsa ka bohale. Metswalle mmotwana e isa motho timelong, wa sebele yena o tshepahala ho feta ngwanabo motho. Ho molemo ho ba mofutsana ya hlokang kodi, ho ena le ho ba sethoto se buang leshano. Ho tjheseha motho a hloka tsebo ha ho na thuso, ho ba mahlahahlaha ho lahlisa motho tsela. Bothoto ba motho bo timetsa bophelo ba hae, ka pelong ya hae a korotlele Morena. Leruo le atisetsa motho metswalle, athe mofutsana o furallwa le ke metswalle. Paki ya bohata e tla ahlolwa, ya buang leshano a ke ke a phonyoha. Ba bangata ba qekisa ho ratwa ke kgosi, bohle ke metswalle ya ya fanang dimpho. Mofutsana o hlouwa le ke ba habo, metswalle ya hae yona e mo kgesa hakaakang! Leha a re o ipiletsa ho bona, ha ho moo a ba bonang teng. Ya ipatlelang bohlale o rata bophelo ba hae, ya nang le kelello, katleho ke ya hae. Paki ya bohata e tla ahlolwa, ya buang leshano o tla timela. Sethoto ha se lokele ho hafa ka nkatana, jwalokaha lekgoba le sa lokele ho busa mahosi. Bohlale ba motho bo tswala mamello, ho iphapanyetsa diphoso ke yona tlotla ya hae. Kgalefo ya kgosi e jwaloka tau ha e puruma, mohau wa yona o jwaloka phoka hodima jwang. Mora ya sethoto o tlisetsa ntatae koduwa, komang tsa mosadi di ka metsi a rothang, ho ya ho ile ha pula e na. Ntlo le maruo ke lefa le fumanwang ho bo-ntata, mosadi ya bohlale ke mpho ya Morena. Botswa bo isa motho le sephume sa boroko, sekgoba sona se bolawa ke tlala. Ya bolokang ditaelo o baballa bophelo ba hae, ya sa hlokomeleng metsamao ya hae o tla shwa. Ya hauhelang bafumanehi o adima Morena, seo a faneng ka sona Morena o tla mmuseletsa sona. Laya ngwana wa hao o sa na le tshepo, o se thohothellwe ho mmolaya. Motho ya halefang haholo o tla otlwa, ha o mo pholosa o tla boela o pheta hape. Sekehela keletso tsebe, o mamele ditaelo, e le hore qetellong o tle o hlalefe. Merero e mengata ka pelong ya motho, empa wa Morena wona o hlola kamehla. Meharo e hlabisa motho dihlong; ho molemo ho futsaneha ho ena le ho bua leshano. Ho tshaba Morena ho a phedisa, ya nang le tshabo eo o tla phela ka boiketlo, bobe bo ke ke ba mo wela hodimo. Tsoho la ya botswa le hanella ka sejaneng, o tswafa le ho le isa ka hanong la hae. Shapa mosomi, ya se nang tsebo a tle a hlalefe; kgalema ya hlalefileng, yena o tla fumana tsebo. Ya shapang ntatae, a phaladise mmae, ke ngwana ya hlabisang dihlong, ya tlontlollang. Mora wa ka, ha o ka kgaotsa ho mamela ditaelo o tla kgeloha dithuto tsa bohlale. Paki e kgopo e bapala ka toka, ya kgopo bokgopo bo a mo natefela. Basomi ba emetswe ke kahlolo, mekokotlo ya dithoto yona e emetswe ke phafa. Veine ke moikakasi, jwala bo baka lerata, ya kgeloswang ke tsona o hloka bohlale. Kgalefo ya kgosi e jwaloka tau ha e puruma, ya halefisang kgosi o ipea tsietsing. Ke tlotla ho kgaohana le diqabang, sethoto sona ke maratahelele! Sekgoba ha se ke se lema ka nako ya teng, ha ho kotulwa se a kopa, ha se fumane letho. Pelong ya motho merero e ka metsi a bodiba, ya nang le kutlwisiso yena o a e fihlela. Motho ka mong o ithorisa ka molemo wa hae, ya tshepahalang yena a ka fumanwa ke mang? Metsamao ya ya lokileng ha e na kodi, bana ba hae ba tla hlohonolofala. Kgosi ha e dutse tulong sa yona sa kahlolo, ka mahlo a yona e tsheka bobe bohle. Ke mang ya ka reng: “Ke hlwekisitse pelo ya ka, nna ke hlwekile ha ke na sebe?” Tekanyo tse pedi tse sa lekaneng, esita le boima bo sa lekaneng, bobedi ke manyala, ke manyala mahlong a Morena. Ngwana o tsejwa ka ketso tsa hae, e ka ba tse ntle, e ka ba tse lokileng. Tsebe e mamelang le leihlo le bonang, bobedi ba tsona di entswe ke Morena. Se rate boroko, esere wa futsaneha; se robale, o tlo atelwe ke tjhai. “Ha e a loka! Ha e a loka!” ho rialo moreki. Ha a furalla a tsamaye a ithorisa. Kgauta e teng le mabenyane a bohlokwa a teng, empa molomo o bolelang tsebo ke lehakwe la bohlokwa. Ya itlamang ka molato wa e mong, o mo nkele kobo ya hae, o e bee paneng ha a itlamme ka molato wa motho eo. Dijo tse fumanweng ka bolotsana di monate ho motho, empa hamorao molomo wa hae o tlala lehlohlojane. Rala merero ya hao ka ho batla keletso, ntwa o e lwane o se o fumane keletso. Ya ratang ditshebo o hlahatsa makunutu, motho wa lehehle eka kgona o mo kwekwetle. Haeba motho a rohaka ntatae kapa mmae, bone la hae le tla tingwa hoja ho le lefifi. Leruo le bokellwang ka potlako sethathong, qetellong le ke ke la hlohonolofatswa. Se ke wa re: “Bobe ke tla bo phetetsa ka bobe!” Lebella Morena, o tla o namolela. Tekanyo tse pedi tse sa lekaneng ke manyala mahlong a Morena; dikala tsa bolotsana le tsona ha di mo thabise. Mehato ya motho e laolwa ke Morena, ebe jwale motho tsela a ka e tseba jwang? Ho abela Morena mpho ka potlako ke leraba ho motho, ebe hamorao o ipelaetsa ka boitlamo ba hae. Kgosi e bohlale e hlokola ba kgopo, e ba ahlole e se na kutlwelobohloko. Bone la Morena ke wona moya wa motho, le bonesa bokahare ba pelo ya motho. Kgosi e sireletswa ke lerato le botshepehi terone ya yona e tsitsiswa ke lerato. Tlotla ya batjha ke matla a bona, moriri o moputswa ke bokgabane ba maqheku. Mehwabadi ke yona pheko ya bokgopo, meupa e hlwekisa bokahare ba pelo. Pelo ya kgosi e ka atleng tsa Morena, o e isa moo a ratang sa metsi a molatswana. Motho o bona tsela tsohle tsa hae, o di bona di nepahetse, empa Morena ke yena ya lekolang pelo. Ho etsa ho lokileng le ho phetha toka ho amoheleha ho Morena ho feta sehlabelo. Fahleho se hwapileng le pelo e ikgohomosang, e leng lebone la ba kgopo, ke sebe! Merero ya ya mafolofolo e mo tlisetsa nala, lepotlapotla lona le ikisa bofumeng. Tlotlo le fumanwang ka ho bua leshano ke mouwane o fetang, le leraba la lefu, Dikgoka tsa ba kgopo di tla ba timetsa, hoba ba hana ho etsa ho lokileng. Tsela ya ba molato e matswedintsweke, boitshwaro ba ba hlokang kodi bo otlolohile. Ho molemo ho iphelela sekgutlwaneng, kahodima marulelo a ntlo, ho ena le ho phela le mmadikomang, ho phela le yena ka tlung e le nngwe. Motho ya kgopo o labalabela bobe, ha a qenehele ya ahisaneng le yena. Ha mosomi a otlwa, ya se nang tsebo o a hlalefa; ha ya bohlale a rutwa, yena o fumana tsebo. Modimo ya lokileng o hlahloba lapa la ya kgopo, o timetsa ya kgopo ka baka la bokgopo ba hae. Ya ithibang ditsebe ha mofutsana a lla, le yena o tla lla, empa a ke ke a mamelwa. Mpho ya lekunutu e thethefatsa bohale, tjotjo e kgwaetsweng ka kobong, e kokobetsa kgalefo e tlokomang. Ha ho sebetswa ka toka ba lokileng ba a thaba, athe ba kgopo bona ba tlalwa ke tshabo. Ya kgelohang tsela ya kutlwisiso pheletso ya hae ke ho phomola hara bafu. Ya hlanyetsang menyaka o tla fumaneha, ya ratang veine le dimenyemenye ha a ka ke a rua. Ya kgopo o rekiswa bakeng sa ya lokileng, ya sa tshepahaleng yena bakeng sa ya kgabane. Ho molemo ho iphelela hara lehwatata, ho ena le ho phela le nkwapo, mmadikomang. Lapeng la ya bohlale ho tletse menono, le maruo, athe sethoto sona se hafaka se sa qenehele. Ya thahasellang ho loka le lerato o tla fumana bophelo le toka le tlotla. Ya bohlale o hlasela qhobosheane ya bahale, a heletse marako ao ba a tshepileng. Ya kwalang molomo, a tshwara leme la hae, o iphemisa hore a se kene ditsietsing. Moikgohomosi ya mabefi o bitswa “mosomi”, boikakaso ba hae ha bo na tekanyo. Takatso ya sekgoba ke lefu ho sona, se leqe ho sebetsa, ho sebetsa ka matsoho a sona; se qeta letsatsi se lakatsa, se sa fumane, empa ya lokileng o fana a sa kganane. Sehlabelo sa ya kgopo se a nyonyeha, haholo ha a se etsa ka morero o mobe. Paki ya leshano e tla timela, polelo tsa ya qalang ka ho mamela di a amoheleha. Ya kgopo o sosobanya sefahleho, ya lokileng o hlokomela metsamao ya hae. Ha ho bohlale, kelello, kapa morero o ka atlehang ha Morena a sa o rate. Pere e kwetlisetswa tsatsi la ntwa, empa tlholo yona ke ya Morena. Bitso le letle le molemo ho feta maruo a mangata, ho hlompheha ho molemo ho feta silefera kapa kgauta. Morui le mofutsana ba tshwana ka sena: Bobedi ba bona ba bopilwe ke Morena. Motho ya sedi o bona kotsi, a e balehe; ya se nang tsebo o hahamalla pele, a be a yo wela. Boikokobetso le ho tshaba Morena di tlisa leruo le tlotla le bophelo. Meutlwa le maraba di tseleng ya ya kgopo, empa ya ipaballang yena o tla di qoba. Ruta ngwana tsela ya ho phela, ha a hodile a ke ke be a fapoha. Barui ba laola mafutsana; moadimuwa o fetoha kgoba la moadimi. Ya jalang bokgopo o kotula ditsietsi, kgalefo ya hae e ke ke ya mo thusa ka letho. Motho ya fanang a thabile o tla hlohonolofatswa, hobane yena o fepa mafutsana. Leleka mosomi mme qabang di tla fela, diphapang le mahlapa le tsona di kgaotse. Ya ratang pelo e hlwekileng, eo polelo tsa hae di tletseng mohau, kgosi e tla ba motswalle wa hae. Mahlo a Morena a fadimehela tsebo, empa o nyopisa polelo tsa ya sa tshepahaleng. Sekgoba se re: “Tau ke ena kantle!” kapa se re: “Ke tla bolaelwa diterateng!” Molomo wa sehlola ke lemena le tebileng; ya halefetsweng ke Morena o tla wela ka ho lona. Bothoto bo tlameletswe ka pelong ya ngwana, empa thupa ya tayo e tla bo falatsa ka ho yena. Ya tlatlapang mofutsana ho ikekeletsa leruo, a bile a etsetsa barui dimpho, o tla futsaneha. Thea tsebe o mamele polelo tsa ba bohlale, o ele hloko ho ithuta tseo ke di tsebang, hobane ho monate ha o di boloka ka pelong ya hao, kaofela ha tsona di dutse molomong wa hao. Kajeno ke hlile ke ruta wena, Wena ka seqo, e le hore o tlo tsebe ho tshepa Morena. Ke o ngoletse polelo tse mashome a mararo, tse nang le keletso le tsebo, tse o rutang botshepehi le ho bua nnete, ya o rommeng o tlo mmolelle nnete. O se tlatlape mofutsana hobane e le mofutsana, o se sotle bahloki ka kgotla, hobane Morena o tla emela nyewe ya bona; ba ba jeleng le bona Morena o tla ba fedisa. O se ke wa etsa setswalle le motho ya bohale, o se tlwaelane le sefelapelwana, esere wa ithuta mekgwa ya sona, yaba le wena o a tshwaswa. O se ke wa ikana ka ho etsa tshepiso, o se itlame ho lefa melato ya ba bang. Ha o hloka seo o lefang ka sona ba tla o hlakola esita le moalo wa hao. O se ke wa tlosa mekolokotwane ya kgale, e hlonngweng ke baholoholo ba hao. Ha o bona motho wa setsebi sa mesebetsi, tseba eo o tla sebeletsa dikgosi, ha a ka ke a sebeletsa bathwana. Ha o dula tafoleng, o eja le mmusi, hopola hantle hore na o dutse le mang; haeba o itseba o le monyollo, ako itshware, o je jwaloka motho; o se kgalle dimenyemenye tsa hae, hoba hase dijo empa e le maraba. O se ka itja matla hore o ithuise; eba le bohlale ba ho itshwara. Ha o re maruo hedi! o tla bona a sa nyametse, hobane a tla fela a mele mapheo, a fofele hodimo sa ntsu, sa ntsu e le sepakapakeng. Se je dijo tsa ya lekgonatha, o se ke wa kgalla dimenyemenye tsa hae, hobane kamehla o nahana theko ya tsona. O re ho wena: “Eja, o nwe,” feela pelo ya hae yona ha e rialo. O tla hlatsa le thathana eo o e jeleng, ebe mantswe a hao a monate a teboho a senyehile. O se ikgathatse ho bua le sethoto, hoba se tla nyedisa bohlale ba dipuo tsa hao. O se ke wa tlosa mokolokotwane wa kgale, kapa wa hapa masimo a dikgutsana, hoba Mosireletsi wa tsona o matla, ke yena ya tla emela nyewe ya tsona. Pelo ya hao e thahaselle ho ithuta, tsebe tsa hao di mamele puo tse nang le tsebo. Se hlokise ngwana wa hao kgalemo, thupa ke mosesetso e ke ke ya mmolaya. Mo sasare ka leswai, o tla mo phemisa lefu. Mora ka, haeba o le bohlale, le nna ke tla thaba; pelo ya ka e tla nyakalla ha o bua seo e leng nnete. Pelo ya hao e se kgahlwe ke baetsadibe, empa kamehla o tjhesehele ho tshaba Morena. Ruri o sa na le seo o se tshepileng kamoso, mme tshepo ya hao e ke ke ya ba ya fela. Mamela, mora ka, o tlo hlalefe, o tsamaye tseleng e nepahetseng. Se tsamaye le ba itlopang veine, kapa ba kgetshelakang dinama, hoba matahwa le menyollo e a futsaneha ho tsherehana ho e apesa marantha. Mamela ntatao ya o tswetseng, O se nyedise mmao ha a tsofetse. Reka nnete le bohlale le tayo le kutlwisiso, mme o se ke wa ba wa di rekisa. Ntata ya lokileng o nyakalla haholo; ya nang le mora ya bohlale o itumela ka yena. Ntatao le mmao ba ke ba thabe, mmao ya o tswetseng a ke a nyakalle! Mora ka, ako nnee pelo ya hao, mahlo a hao a kgahlwe, a kgahlwe ke metsamao ya ka, hobane seotswa ke lemena le tebileng, seraburabu sona ke mokoti o patisaneng; se lalla jwaloka senokwane, se atisa dihlola hara banna. Ya madimabe ke mang? Ya hlomohileng ke mang? Ya dikgang ke mang? Ya tletlebang ke mang? Ya meupa ya bosawana ke mang? Ya mahlomafubedu ke mang? Ke ba hlanyetsang veine, ba yang ho latswa veine e tswakilweng. O se ke wa tadima veine ha e le kgubedu, ha e phophoma kahara mopotjwana, ha e re lelele! hamonate mmetsong. E qetella ka ho loma jwaloka noha, mahloko a tjhatjhametse jwaloka a marabe. Mahlo a hao a tla bona pono disele, kelello ya hao e nahane dintho tse ferekanyang. O tla ba jwaloka ya robetseng bodibeng ba lewatle, ya paqameng hodima mehala ya sekepe. O tla re: “Ba nkotlile, empa ha ke a utlwa bohloko! Ba ntjhapile, empa ha ke utlwe letho! Ekaba ke tla tsoha neng, ke tswe ke tshwara mohotswana, ke o tshwara hape?” O se ke wa kgahlwa, wa kgahlwa ke ba kgopo, o se lakatse ho etsa setswalle le bona, hobane ba inahanela ho sebedisa dikgoka, melomo ya bona e bua dimpe. Bohlale ke bona bo hahang ntlo, kutlwisiso yona e e tsitsise, tsebo e tlatse dikamore ka mekgabo ya matlotlo a bohlokwa, matlotlo a kgahlehang. Ya bohlale o matla ho feta senatla, ya nang le tsebo o feta sekwankwetla. O lwana ntwa o itokiseditse yona hantle, o e hlole ka ho eletswa ke ba bangata. Sethoto ha se utlwisise bohlale, ka kgotla se ke ke sa ahlamisa molomo. Ya lohang mano a ho etsa bokgopo batho ba mmitsa rabolotsana. Merero ya bothoto ke sebe, mosomi o nyonywa ke batho bohle. Haeba o nyahama pelo mohla ditsietsi, o fela o fokollwa ke matla. Lopolla ba iswang lefung, o pholose ba iswang polaong. Ha o ka re: “Jo! re ne re sa tsebe!” Na ya bonang dipelo yena a ke ke a lemoha? Ya baballang bophelo ba hao yena o a tseba, motho ka mong o tla mo putsa ho ya ka mesebetsi ya hae. Mora ka, eja mahe a dinotshi, hobane a a latsweha, o je kgekge ya dinotshi hobane e a hlabosa. Tseba hore bohlale bo jwalo moyeng wa hao; ha o ka bo fumana o tla ba le katleho kamoso, tshepo ya hao e ke ke ya fela. Se lalle ntlo ya motho ya lokileng jwalokaha senokwane se etsa; lapa la hae o se ke wa le senyetsa, hoba leha ya lokileng a ewa hasupa, o ye a boele a tsohe, athe ba kgopo koduwa e a ba timetsa. O se ke wa thabela ho wa ha sera sa hao, pelo ya hao e se nyakalle ha se kgothometseha; esere Morena a bona, mme a nyatsa, a kgelosa kgalefo ya hae ho sona. O se ke wa itshwenya ka ba etsang bobe, kapa wa kgahlwa ke ba etsang bokgopo; ya kgopo ha ho letho leo a le tshepileng, bone la bophelo ba hae le tla tingwa. Mora wa ka, tshaba Morena le kgosi, o se ke wa ikopanya le mahlabaphiyo, hobane hanghang koduwa e tla a wela hodimo. Ana ke mang ya ka tsebang tshenyo eo ba tla e etsa? Tsena ke polelo tse ding hape tsa ba bohlale: Ho ahlola ka leeme ha ho a loka. Ya reng ho ya kgopo: “Ha o na molato,” tjhaba di tla mo rohaka, merabe e mo nyonye; empa ba ahlolang ya molato ba tla atleha, mahlohonolo a ba atele. Ya arabang ka bokgabane o supa setswalle sa nnete. Hlopha mosebetsi wa hao o kantle, ebe o lema tshimo ya hao, o nto haha ntlo ya hao. O se be paki e tswang mohaeno ntle ho lebaka, polelo tse thetsang di se tswe molomong wa hao. O se ke wa re: “Ke tla busetsa molamu sefateng, kgalapa ke e buseletse ka kgalapa.” Ke ile ka feta pela tshimo ya sekgoba, ka ba ka feta rapeng sa morara sa ya sethoto, ka bona di rarieletswe ke meutlwa, bobatsi le bona bo entse mofero, marako le wona a se a helehile. Ka bona, ka ba ka imamela, ka tadima, ka ithuta sena: Ha o ka re shwa! wa boela wa re shwa! wa phuthaphutha matsoho, wa iphomolela, fuma ba hao bo tla o nanarela, bo o nanarele jwaloka senokwane, tlala e o wele hodimo sa motho a nkile dihlomo. Ana le wona ke maele a Solomone, ao banna ba Hesekiea, kgosi ya Juda, ba ileng ba a bokella, ba a ngola: Tlotla ho Morena ke ho etsa ditaba sephiri, athe tlotla ya dikgosi ke ho phenyaphenya ditaba. Jwalokaha mahodimo a phahame, fatshe lona le le tlase, menahano ya dikgosi le yona e ke ke ya fihlelwa. Hlwekisa silefera ka ho e ntsha manya, lelala le tle le tsebe ho bopa nkgo ka yona. Hleka ba kgopo kapele ho kgosi, terone ya yona e tle tsitsiswe ke ho loka. Se ke wa ikakasa kapele ho kgosi, kapa wa dula tulong tsa mahosana; ho molemo ha kgosi e re ho wena: “Nyolohela kwano!” ho ena le ho tlontlollwa mahlong a kgosana, mahlong a kgosana eo o e bonang. Se potlakele ho isa motho ka kgotla, esere mohaeno a o tlontlolla, wa qetella o se na seo o ka se etsang. Ha o tsekisana le mohaeno buisana le yena, feela taba tsa e mong tsona e be pinyane, esere ha a utlwa a o tlontlolla, botumo bo bobe bo se hlole bo o hlakoha. Polelo e builweng ka nako ya yona e ka apole tsa kgauta ka sejaneng sa silefera. Ho kgalengwa ke motho ya bohlale, tsebeng e lethwethwe ke lesale, ke mokgabo wa kgauta e hlwekisitsweng. Jwaloka lehlwa le phodisang ka nako ya kotulo, leqosa le tshepahalang le jwalo ho ba-le-romi; le kgatholla pelo ya monga lona. Motho ya ithorisang ka dimpho tsa molomo, o jwaloka maru le moya o se nang pula. Ho ba le mamello ho ka sokolla kgosi; polelo e bonolo e fedisa manganga. Ha o ntshetsa dinotshi o di je ka tekanyo; ha o ka itlopa tsona, di tla o hlatsisa. Ya ahisaneng le wena o mo fapohele sewelo, esere wa mo tena, a qetella a o hloile. Ya etseletsang mohahabo ka leshano ke koto kapa sabole, kapa motsu o ntjhotjho. Ho tshepa molotsana nakong ya ditsietsi ho ka leino le bodileng, kapa leoto le hlotsang. Ho binela ya hlomohileng pina tsa thabo, ho ka ho hlobola kobo mohla ho batang, le ho tshela asene hodima leqeba. Ha sera sa hao se lapile, o ke o se fepe; ha se nyorilwe, se fe metsi se nwe; ka ho etsa jwalo o se hlabisa dihlong, mme wena Morena o tla o putsa. Jwalokaha moya wa leboya e le mmadipulana, leme le sebang le tsosa kgalefo. Ho molemo ho iphelela sekgutlwaneng kahodima marulelo a ntlo, ho ena le ho phela le mmadikomang. Taba tse monate tse tswang naheng e hole di ka metsi a phodileng mmetsong o nyorilweng. Motho ya lokileng, ya suthelang ya kgopo tsela, ke diba se dukehileng kapa mohlodi o silafetseng. Hase hantle ho itlopa dinotshi; ho ipatlela tlotla le hona ha ho lokele. Motho ya hlolwang ho bipa kgalefo ya hae o tshwana le motse o marako a heleditsweng. Jwaloka lehlwa le kgethehang hlabula, kapa pula e nang ka nako ya ha ho kotulwa, hlompho le yona ha e tshwanele sethoto. Jwaloka serobele se phuphuselang, kapa lefokotsane le okaokelang, motho ha a silafatswe ke thohako ya lefeela. Phafa e shapa pere, tonki e hulwa ka tomo, thoto sona se phekolwa ka thupa. Se arabe sethoto ho ya ka bothoto ba sona, esere le wena wa tshwana le sona. Araba sethoto ho ya ka bothoto ba sona, esere sa ipona se le bohlale. Ya romeletsang ditaba ka sethoto, o ikgaola maoto, o ipiletsa ditlokotsi. Maoto a sehlotsa a a fokola, maele a tswang molomong wa sethoto a jwalo. Ho isa tlotla ho sethoto, ho tshwana le ho tlamella lejwe, ho le tlamella letjeketjaneng. Maele a tswang molomong, molomong wa sethoto, a ka moutlwa o hlabang letsoho la letahwa. Jwaloka rametsu ya fulang a sa shebe, ya hirang sethoto kapa mofeta-ka-tsela, o jwalo. Sethoto se kgutlelang bothotong ba sona se tshwana le ntja e kgutlelang mahlatseng a yona. Motho ya ithetsang ka ho re o bohlale, o ka tshepa sethoto ho ena le yena. Sekgoba se re: “Tau ke ena ka tseleng! Tau ke ena diterateng!” Jwalokaha lemati le kwaleha le buleha, sekgoba le sona se meneka jwalo moalong wa sona. Sekgoba se kenya letsoho ka sejaneng, empa se botswa ho le isa hanong. Sekgoba se ithetsa ka ho re se bohlale, ho feta banna ba supileng ba nang le kelello. Mofeta-ka-tsela ya kenang qabang tsa batho o ka motho ya sothang tsebe tsa ntja ya lelahleha. Lehlanya le betsakang ditsenene, le metsu e bolayang, le tshwana le motho ya thetsang mohahabo, ebe o re: “Ke ne ke itshwasetsa feela.” Ha patsi e fedile, mollo o a tima, ha ho se mosebi, qabang di a fela. Mashala a tswala leupa, patsi e hotetsa mollo, motho wa dikgang yena o fehla diqabang. Taba tsa bofuufu di monate haholo, di ka dijo tse theohelang hamonate maleng. Motho ya leme le monate a le pelo e mpe, o jwaloka pitsa ya letsopa e homilweng ka manya a silefera. Moikaketsi o ikgakanya ka polelo tsa hae, empa pelong ya hae o emere thetso. Leha a ka bua hamonate o se mo kgolwe, hobane bobe bo kgaphatseha pelong ya hae. Leha lehloyo la hae le ka ikgakanya ka thetso, bokgopo ba hae bo tla taloleha mahlong a bohle. Ya tjhekang lemena o tla wela ho lona, ya thetang lejwe le tla mo wela hodimo. Leleme le leshano le hloile bao le ba buang hampe, molomo wa leseaqheme wona o a timetsa. O se ke wa ithorisa ka la hosasane, hobane ha o tsebe hore le ka o tlela ka dife. Motho ha a ithorise o roriswa ke ba bang, a ka roriswa ke basele, e seng yena a ithorise. Lejwe le boima, le lona lehlabathe, ho halefiswa ke sethoto ho boima ho di feta. Kgalefo e sehloho, bohale bo a tlokoma, empa mona o ka engwa ke mang kapele? Ho kgalema motho sefahlamahlo ho molemo ho feta rato la lekunutu. Ho batwa ke motswalle ho na le molemo, empa ho akwa ke sera ke thetso. Ya nyonyobetseng o hlaba kgora ka sefeamaeba, athe ho ya lapileng le ho babang ho a latsweha. Monna ya furallang lapa la hae, o tshwana le nonyana e furallang sehlaha sa yona. Ditlolo le menkwane di thabisa pelo ya motho, keletso e ntle ya motswalle le yona e thabisa jwalo. Se furalle motswalle wa hao kapa wa ntatao, ha o le bothateng, se itlwaetse ho ya ha ngwaneno; motswalle ya haufi o na le thuso, ho feta ngwaneno ya hole. Mora ka, hlalefa, o thabise pelo ya ka, ke tle ke arabe motho ya nnyatsang. Ya sedi o elellwa kotsi, a batle setshabelo, empa ya se nang tsebo o tlatselaka feela, a wele kotsing. Nka seaparo sa ya itlammeng ho lefa molato wa e mong; mo ntshise tebeletso bakeng sa mosadi wa sehlola. Ya dumedisang mohahabo ka ho mo tlatsetsa lerata, a mo tlatsetsa lerata ka matjeke, tlhohonolofatso ya hae e tla fetoha thohako. Metsi a rothang ho ya ho ile ha pula e ena, a tshwana hantle le mmadikomang. Ho mo thodisa ho tshwana le ho thiba moya, kapa ho kgakeletsa ole ka seatla. Tshepe e leotswa ka tshepe e nngwe, monna o tentshwa tshea ke banna ba bang. Ya hlokomelang fate sa feiye, o tla ja tholwana tsa sona; ya baballang monga hae hantle, o tla tlotlwa ke yena. Jwalokaha motho a ipona sefahleho ka metsing, pelo ya motho le yona ke seipone sa hae. Nqalo ya Bafu le mohohlo wa timelo ha di ke di tlala, le wona mahlo a motho ha a kgotsofale. Silefera e hlwekiswa ka ho qhibidiswa pitseng, kgauta yona ka seboping sa yona, le motho o ahlolwa ka botumo ba hae. Lehlanya o ka le tulella ka lefudung, wa le silella le mabele ka tshilo; empa bohlanya bo ke ke ba le tlohela. Eba mafolofolo ho lekola kgutshwane tsa hao, o hlahlobe mehlape ya hao hantle; hobane leruo ha le hlole kamehla yohle, le mofapahlooho wa kgosi ha o fetele melokong yohle. Ha jwang ba thoko bo fedile, jwang bo botjha bo se bo hlahile, mme jwang bo matswapong bo bokeletswe, o tla apara tsa boya ba dikonyana, ka dipotsanyane o reke masimo. Bese la dipodi le tla o lekana, e be dijo tsa hao le tsa lapa la hao, o fepe le makgabunyane a hao. Ya kgopo o baleha a sa phaladiswe ke motho, ba lokileng bona ba sebete jwaloka tau. Tjhaba ha se le kgopo se hlahlamanya babusi, empa toka e hlaha ka ya nang le bohlale le tsebo. Mofumanehi ya hatellang bafumanehi o ka sekgohola se senyang dijalo. Ba tlolang molao ba thoholetsa ba kgopo, empa ba o bolokang ba hanyetsana le ba kgopo. Batho ba kgopo ha ba na kutlwisiso ya toka, ba kgumamelang Morena ba na le kutlwisiso ya tsohle. Ho molemo ho ba mofutsana ya phelang ka botshepehi, ho ena le ho ba morui ya phelang ka bolotsana. Ya bolokang molao ke mora ya bohlale, ya tlwaetseng menyollo o hlabisa ntatae dihlong. Ya atisang ruo la hae ka ho le tswadisa, a le atise le ka ho hanyapetsa, o le bokellela ya tla hauhela mafutsana. Ya ithibang ditsebe hore a se utlwe molao, thapelo tsa hae le tsona ke manyala. Ya kgelosang ba lokileng hore ba ye tseleng tse kgopo, o tla wela lemeneng le tjhekilweng ke yena; ba se nang molato ba tla ja lefa la tse molemo. Morui o ithetsa ka ho re o bohlale, mofutsana ya sedi o lemoha boithetso boo ba hae. Ha ba lokileng ba busa tjhaba se a thoholetsa; ha ba kgopo ba busa tjhaba se a ipata. Ya patang dibe tsa hae a ke ke a ba le katleho; ya ipolelang tsona, a di bakela, o tla fumana mohau. Ho lehlohonolo motho ya tshabang Morena kamehla, empa ya ithatafatsang pelo o tla wela tsietsing. Jwalokaha tau e puruma le bere e kgobolaka, mmusi ya kgopo o jwalo ha a busa bafumanehi. Mmusi ya sethoto ke mmampodi ya sehloho; ya hloileng maruo a bolotsana o tla phela halelele. Ya molato wa ho tsholla madi a motho, e tla ba mophaphathehi ho isa lefung, ho se be ya lekang ho mo thiba. Ya phelang ka botshepehi o tla fumana pholoho; ya phelang ka bokgopo yena hanghang o tla timela. Ya lemang masimo a hae o tla tjhaya haholo; ya pheellang mafeela o tla futsaneha haholo. Motho ya tshepahalang o tla hlohonolofala haholo, athe ya potlakelang ho rua, kotlo o tla e fumana. Ho ahlola ka leeme hase ntho e ntle, empa motho a ka nna etsa sebe, hore a fumane sengwathwana. Ya mahlo a matsho o potlakela leruo, ha a nahane le hore bofuma bo tla mo wela hodimo. Ya kgalemang motho e mong, o tla ratwa, ho feta ya qekisang ka leleme la hae. Ya utswetsang ntatae kapa mmae, a ntsa ithetsa ka ho re: “Hona hase sebe,” ya jwalo yena ke motswalle wa disenyi hantle. Motho ya ikgohomosang o fehla moferefere; ya itshepelang Morena o tla fumana katleho. Motho ya sethoto ke ya itshepang boyena, ya sebetsang ka bohlale o tla fumana pholoho. Ya fanang ho mafutsana ha ho seo a ka se hlokang; ya sa a natseng ka letho o tla rohakwa ke ba bangata. Ha ba kgopo ba busa, tjhaba se a ipata; empa ha ba timela, ba lokileng ba tla ngatafala. Motho ya nnileng a kgalengwa empa a satalatsa molala, hanghang o tla welwa ke kotsi, pheko e be siyo. Ha ba lokileng ba ngatafala, tjhaba se a nyakalla, empa ha ba kgopo ba busa tjhaba se a lla, Ya ratang bohlale o thabisa ntatae, ya mathang le diotswa o hafaka leruo la hae. Ha kgosi e thahasella toka, puso e a tsitsa, kgosi e kgethisang setjhaba haboima e futsanehisa naha. Motho ya phoqang mohahabo o itjhehela leraba ka boyena. Sebe sa ya kgopo ke lemena ho yena, empa ya lokileng o bina a nyakaletse. Ya lokileng o hlokomela tokelo tsa bafumanehi, empa ya kgopo yena ha a di natse ka letho. Basomi ba fehla moferefere, ba o fehla kahara motse, empa ba bohlale ba kokobetsa kgalefo. Ha motho ya bohlale a qosana le ya sethoto, leha ya sethoto a ka halefa, kapa a tsheha, kgotso e ke ke ya eba teng. Ba nyoretsweng madi ba hloile ba lokileng, empa ba lokileng ba boulela bophelo ba hae. Sethoto se hlatsa kgalefo ya sona, empa ya bohlale yena o a e bipa. Ha mmusi a mamela mashano, bahlanka ba hae bohle ba tla ba kgopo. Mofumanehi le mohatelli ba tshwana ka sena: Morena o tutubolla mahlo, mahlo a bona bobedi. Kgosi e ahlolelang bafumanehi, e ba ahlolelang ka toka, terone ya yona e tla tsitsa kamehla yohle. Thupa le kgalemo di tlisa bohlale, empa ngwana ya tlohetsweng feela, o hlabisa mmae dihlong. Ha ba kgopo ba anafala, bokgopo bo a eketseha; empa ba lokileng ba tla bona ha ba timela. Kgalema mora wa hao, o tla fumana phomolo, le moya wa hao o nyakalle. Tjhaba se sa senolelwang ditaba, se iketsetsa borata, empa ho lehlohonolo ya bolokang molao. Lekgoba le ke ke la kgalengwa ka ho buiswa feela, le hoja le utlwisisa, le ke ke la phetha taelo. Motho eo ereng ha a bua a phasolohe, o ka tshepa sethoto ho ena le yena. Ya bokotsang kgoba la hae ha a le hodisa, le tla qetella le mo hlokela teboho. Motho ya bohale o baka diqabang, ya hlonameng yena o tletse bokgopo. Boikakaso ba motho bo a mo diha, empa boikokobetso bo mo tlisetsa hlompho. Motswalle wa leshodu o itlhoile, o utlwa thohako, empa ha a e natse, Ho tshaba batho ke ho itjhehela leraba, empa ya tshepang Morena o tla bolokeha. Ba bangata ba batla ho ratwa ke mmusi, empa motho o fumana toka ho Morena feela. Ba lokileng ba nyonya ba sa lokang, ba sa lokang ba nyonya ba lokileng. Tsena ke dipolelo tsa Akure, mora wa Jake, wa Masa. Monna eo a bua, a re: “Oho, Modimo ke kgathetse! Oho, Modimo ke kgathetse! Ke feletswe ke matla! Nna ke sethoto ho feta mang kapa mang; ha ke na le kutlwisiso ya botho. Ha ke a ka ka ithuta bohlale, ebile ha ke tsebe Ya Halalelang. Ya nyolohetseng lehodimong a ba a theoha ke mang? Ya fupereng moya ka diatla tsa hae ke mang? Ya bokeletseng metsi ka aparong sa hae ke mang? Ya sehileng meedi ya dipheletso tsa lefatse ke mang? Lebitso la hae ke mang? La mora wa hae lona ke mang? Haeba o a tseba, bolela! “Polelo tsohle tsa Modimo ke tsa nnete. Ke thebe ho bohle ba mo tshepang. Se eketse letho polelong tsa hae, esere a o kgalema, wa fumanwa o le leshano.” “Ke kopile ntho di le pedi ho wena, o se nkganele ka tsona pele ke eshwa: Suthisetsa bolotsana le mashano hole le nna, o se ke wa nthuisa kapa wa mphutsanehisa, o mphepe ka dijo tse ntekaneng; esere ha ke kgotshe yaba ke a o latola, ke re: Morena ke mang? Kapa ka futsaneha, yaba ke a utswa, mme ka tlaela ka lebitso la Modimo wa ka. “O se ke wa nyedisa mohlanka ho monga hae, esere a o rohaka, wa fumanwa o le molato. “Moloko o teng o rohakang bo-ntata wona, o sa hlompheng le bo-mma wona. Moloko o teng o ithetsang ka ho re o hlwekile, empa o sa hlwekiswa ditshila tsa wona. Moloko o teng o ikgohomosang, o shebang batho ka ho ba nyedisa. Moloko o teng o meno a kang disabole, oo a mohlaare a kang dithipa, ho harola bafumanehi lefatsheng, le bahloki ba phelang hara setjhaba. “Koidi e na le madinyane a le mabedi, a kopang a re: Re fepe! Re fepe! “Ntho di tharo tse sa kgotsofaleng, e, di nne tse sa ke be di re: Ho lekane! Ke lebitla le mosadi wa nyopa, le mobu o omeletseng, le mollo o sa ke be o re: Ho lekane! “Leihlo le tshehang ntata lona, le nyedisang taelo ya mma lona, makgwaba a dikgohlo a tla le honya, mme madinyane a ntsu a le je. “Ntho di tharo tse mmakatsang haholo, e, di nne tseo ke sa di tsebeng: Mohlala wa ntsu sepakapakeng, mohlala wa noha hodima lefika, mohlala wa sekepe hara lewatle, mohlala wa monna ho morwetsana. “Mokgwa wa mosadi wa sefebe, ke mokgwa o tjena: O a ja, ebe o a itlhakola, o re: Nna ha ke a etsa letho le kgopo. “Ntho di tharo tse reketlisang lefatshe, di nne tseo le ke keng la di mamella: Ke lekgoba leo ebang kgosi, le sethoto se nyonyobetseng, le moshejwahang ha a nyalwa, le lekgabunyane le jang lefa la monga lona. “Ntho di nne tse nyenyane lefatsheng, empa tse bohlale bo makatsang: Bohlwa ke tjhaba se hlokang matla, empa bo bokella dijo tsa bona hlabula. Dipela ke tjhaba se fokolang, empa di etsa qhobo tsa tsona mafikeng. Ditsie tsona ha di na kgosi, empa ha di falla di fofa ka mekgahlelo. Mokgodutswane o ka o tshwara ka letsoho, empa o fumanwa ka matlung a dikgosi. “Ntho di tharo tse bohehang ha di tsamaya, e, di nne tse natlailang: Ke tau, batana se matla ho feta tsohle, eo ho seng letho leo e ka le balehang; ke mokoko o qholoshang hara dithole, hape ke phooko, ke kgosi e futuhang ka mabotho a yona. “Haeba o bile sethoto, wa ikgantsha, kapa wa nahana merero e mebe, bea letsoho molomong o kgutse, hoba lebese ha le fehlwa le etsa sereledi, le nko ha e otlwa e tswa mokola, kahoo kgalefo e fehla meferefere.” Tsena ke dipolelo tsa Lemuele, kgosi ya Masa, tseo a neng a di rutwe ke mmae: “Oho, ngwanaka! Oho, ngwana popelo ya ka! Wena eo ke mo filweng ho arabela thapelo tsa ka, se qete matla a bonna ba hao ka basadi, se tjhediete le basadi ba timeditseng dikgosi. “Ha ho lokele dikgosi, Lemuele, ho nwa veine ha ho di lokele, ho tjhatjhehela jwala ha ho lokele mahosana, esere ha di nwele, molao tsa o lebala, bafumanehi ba ahlolelwa ka leeme. Ba kgatheng la ho shwa ba nweseng jwala, ba sithabetseng dipelo le ba nwese veine. Ba tloheleng ba nwe, ba lebale bofuma ba bona, mahlomola a bona ba se hlole ba a hopola. “Eba molomo wa ba sa tsebeng ho ipuella, o tseke tokelo tsa bohle ba saretsweng. Ba buelle, o ba ahlolele ka toka, o emele nyewe tsa bafumanehi le wona mafutsana.” Mosadi ya kgabane a ka fumanwa ke mang? Bohlokwa ba hae bo feta le mabenyane a bohlokwa! Monna hae o mo tshepa a sa kganane, mme bofutsana a ke ke be a bo tseba. Ke matsatsi wohle a ho phela ha hae, o etsetsa monna tse molemo e seng tse mpe. O batla boya, a batle motsitla, a sebetse ka matsoho a hae ka mafolofolo. O tshwana le dikepe tsa bo-rakgwebo, dijo tsa hae o di tlisa di etswa hole. O tsoha bosiu e sa le ka matjeke, a fepe bohle ba lelapa la hae, makgabunyane a hae a a abele mosebetsi. Ha a kgahlwa ke tshimo eba o a e reka, a e leme morara ka tse sebeditsweng ke matsoho a hae. Theka la hae o le tlama hathata, a matlafatse le matsoho a hae. O lemoha hore kgwebo ya hae e a mo atla, bosiu bo sa bone la hae le sa tingwe. Toloki o e tshwara ka letsoho la hae, tshwele a e tshware ka monwana ha a e ohla. Bafumanehi o ba fepa a sa kganane, bahloki le bona a ba atswe ka tsoho le batsi. Ha lehlwa le kgetheha letswalo ha a na lona, bohle ba lapa la hae ba apesitswe tse mofuthu; kallane tsa moalo o itohela tsona, aparo tsa hae ke tsa lene e ntle, e perese. Monna hae o hlompheha le kgorong tsa motse, ha a dutse teng le baholo ba naha. O roka diaparo tsa lene e ntle a di rekise, le wona maqhama bahwebi ba a reka ho yena. Matla le seriti ke tsona aparo tsa hae, taba tsa kamoso tsona o a di teola! Ha a etswa molomo o bua ka kelello, thuto tsa mosa di tswe lemeng la hae. O sedi tabeng tsa lelapa la hae, hase mokotla o mahlo, mohlohlwa-o-rapame. Bana ba hae ba ema ba re o hlohonolo, le monna hae a rialo, a ba a mmabatse, a re: “Basadi ba bangata ke basadi ba kgabane, empa wena kaofela o a ba feta!” Leredi ke thetsane, botle ke lefeelafeelane; mosadi ya tshabang Modimo ke yena ya tla roriswa. Mo nee moputso wa matsoho a hae, mosebetsi wa hae o mo rorise kgorong tsa motse. Tsena ke dipolelo tsa Moruti, mora wa Davida, eo e neng e le kgosi motseng wa Jerusalema: “Lefeela la mafeela,” ho rialo Moruti; “lefeela la mafeela, tsohle ke lefeela!” Motho o boellwa keng mosebetsing wohle wa hae, oo a o sebetsang ka thata lefatsheng? Moloko o a hlaha, moloko o a feta, fatshe lona le hlola kamehla yohle. Tsatsi le a tjhaba, tsatsi le a dikela, le potlake hape ho kgutlela botjhabela. Moya o fokela borwa, o fokele leboya, o potolohe jwalo, o kgutlele moo o tswang teng. Dinoka tsohle di phallela lewatleng, empa lewatle ha le ke le tlala. Moo dinoka di phallelang teng, ke moo di phallelang teng kamehla. Dintho tsohle di tena motho, di tena ho feta polelo ya motho; leihlo la motho ha le tenehe ke ho bona, tsebe ha e tlale tseo e di utlwang. Se bileng teng se tla ba teng hape, se kileng sa etswa se tla etswa hape; ha ho letho le letjha mona lefatsheng. Na letho le teng leo ho ka thweng ka lona: “Bona mona, hona ke ho hotjha?” Ho bile teng mehleng ya kgale, ho bile teng pele ho mehla ya rona. Baholoholo ba kgale ha ba sa hopolwa; esita le bao e leng hona ba tla tla, bahlahlami ba bona ba ke ke ba ba hopola! Nna, Moruti, ke ne ke le kgosi ya Iseraele, motseng wa Jerusalema. Ka ineela ka pelo ya ka yohle ho batla le ho fuputsa ka bohlale, dintho tsohle tse etswang mona lefatsheng. Modimo o neile batho mosebetsi ona o boima hore ba o sebetse ka thata. Ke bone mesebetsi yohle e etswang mona lefatsheng, empa kaofela ha yona ke mafeela a tshwanang le ho lelekisa moya. Ho kgopameng ho ke ke ha kgopamollwa, ho seng teng ho ke ke ha ba ha balwa. Yaba ke bua ka pelo, ke re: “Ako bone, ke tumme haholo ka ho hlalefa ho feta bohle ba kileng ba busa motseng wa Jerusalema pele ho nna. Ke na le tsebo e ngata ya bohlale le ya thuto.” Ka ikemisetsa ho ithuta hore ke utlwisise bohlale le bohlanya le bothoto, empa ka elellwa hore le hona e ntse le ho lelekisa moya feela. Bohlale bo bongata bo tlisa mahlomola a mangata, ya eketsang tsebo o ikekeletsa maswabi. Ka bua ka pelo, ka re: “Ke tla leka ho itukubetsa hara menyaka, ke ithabise.” Empa ka fumana hore le hona e ntse le lefeela. Yaba ke re: “Ditshebo ke bohlanya! Monyaka wona o thusang?” Pelong ya ka ka rera ho ithabisa ka veine, feela ke ntse ke sebetsa ka bohlale; ka rera le ho kgomarela bothoto, hore ke tle ke fumane se leng molemo, seo batho ba ka se etsang mona lefatsheng ka nako yohle ya bophelo ba bona. Ka iketsetsa mesebetsi e meholo, ka ikgahela matlo, ka itemela masimo a ka a morara. Ka iketsetsa dirapa tsa dipalesa le tsa difate, ka lema difate tse behang mefuta yohle ya ditholwana. Ka iketsetsa matshana ao ka metsi a wona ke nwesetsang difate tse lemilweng. Ka ithekela makgoba le makgabunyane, mme makgoba a mang a tswallwa lapeng ha ka. Ka rua haholo, ka ba le mehlape ya dikgomo le ya dikgutshwane ho feta bohle ba ileng ba eba teng Jerusalema pele ho nna. Ka ipokellela silefera le kgauta, le matlotlo a dikgosi le a dinaha tse pusong ya ka. Ka iphumanela dibini tsa banna le tsa basadi, le dintho tsohle tseo batho ba ka ithabisang ka tsona, le basadi ba bangata. Kahoo ka tuma haholo, ka feta bohle ba bileng teng Jerusalema pele ho nna, mme ka dula ke ntse ke le bohlale. Ha ke a ka ka itima melakatswana yohle, ha ke a ka ka ithibela menyaka yohle. Ke ne ke thabela tsohle tsa mofufutso wa ka, hona e le moputso wa mofufutso wa phatla ya ka. Ha ke tadima mesebetsi ya matsoho a ka, le ho fufulelwa ha ka ha ke e sebetsa, tsohle e ne le lefeela le kang ho lelekisa moya! Ha ho na moputso mona lefatsheng! Maikutlong a ka ka nahana bohlale, ka nahana bohlanya le bona bothoto. Mohlahlami wa kgosi a ka etsang hape, haese feela ho etsa se seng se entswe? Ka bona hore bohlale bo molemo ho feta bothoto, jwalokaha lesedi le le molemo ho feta lefifi. Ya bohlale o na le mahlo a tjhatsi, athe sethoto se itsamaela lefifing. Ha e le nna ka hlokomela hona: Bohle pheletso ya bona e a tshwana. Jwale ka bua ka pelo, ka re: “Se hlahelang sethoto le nna se tla ntlhahela; ke fumanang ka ho ba bohlale haholo?” Ka bua ka pelo, ka re: “Hona le hona e ntse le lefeela!” Ya bohlale, ho tshwana le ya sethoto, a ke ke a hopolwa kamehla le mehla; ka nako e tlang bobedi ba tla lebalwa. Mohlalefi o shwa jwalokaha thoto se eshwa! Yaba ke hloya bophelo, hobane mosebetsi o etswang mona lefatsheng o no le bohloko ho nna. Kaofela ha wona ke lefeela le tshwanang le ho lelekisa moya feela. Ka hloya mesebetsi yohle eo ke e entseng mona lefatsheng, hobane ke tlameha ho e siela ya tla ntlhahlama. Ke mang ya tsebang haeba eo o tla ba bohlale kapa e be sethoto? Leha ho le jwalo o tla laola mesebetsi yohle eo ke e entseng mona lefatsheng ka matla a ka le ka bohlale ba ka. Hona le hona ke lefeela. Kahoo ka itshwabela ka baka la mesebetsi yohle eo ke e entseng mona lefatsheng. Motho a ka sebetsa ka bohlale ba hae le ka tsebo le ka toka, empa tsena o tla di siya e le lefa la ya sa di sebeletsang. Hona le hona ke lefeela le bomadimabe bo boholo. Motho o boellwa keng ka mosebetsi wohle o boima, o mo kgathatsang, oo a o etsang mona lefatsheng? Matsatsi wohle a bophelo ba hae ke a ditsietsi, mme mosebetsi wa hae o tletse maswabi. E, bosiu ha a phomole, mme hona le hona ke lefeela. Ha ho letho le molemo leo motho a ka le etsang, haese hore a je, a nwe, a ithabise ka tseo a di sebeditseng. Empa le teng ke ile ka bona hore tsena o di newa ke Modimo, hobane ntle ho Modimo, ke mang ya ka jang, mme a ithabisa? Modimo o nea motho ya mo kgahlisang bohlale le tsebo le thabo, empa moetsadibe o newa mosebetsi o boima wa ho bokella le ho boloka matlotlo, a tle a a siele ya kgahlisang Modimo. Hona le hona ke lefeela le tshwanang le ho lelekisa moya feela. Dintho tsohle di beetswe dinako tsa tsona, nako tsa ho etsa tsohle mona lefatsheng: Ke nako ya ho tswalwa le nako ya ho shwa, nako ya ho hloma le nako ya ho hlomola; nako ya ho bolaya le nako ya ho fodisa, nako ya ho heletsa le nako ya ho haha; nako ya ho lla le nako ya ho tsheha, nako ya maswabi le nako ya mohobelo; nako ya ho lahla majwe le nako ya ho a phutha, nako ya ho akana le nako ya ho se akane; nako ya ho batla le nako ya ho tela, nako ya ho boloka le nako ya ho lahla; nako ya ho tabola le nako ya ho roka, nako ya ho kgutsa le nako ya ho bua; nako ya ho rata le nako ya ho hloya, nako ya ntwa le nako ya kgotso. Mosebetsi oo motho a o fufulellwang o mmuseletsa eng? Ke bone mosebetsi o boima oo Modimo a o neileng batho hore ba o sebetse. O entse hore ntho e nngwe le e nngwe e lokele nako ya yona; o neile batho takatso ya ho tseba tsa kgale le tse tlang ho tla, empa ha ba na ho fihlela kutlwisiso ya seo Modimo a se entseng ho tloha tshimolohong ho isa qetellong. Ke a tseba hore ha ho letho le molemo ho motho, haese feela ho ithabisa le ho etsa tse ntle ha a sa ntsane a phela. Ha motho ka mong a eja, a enwa, a fumane tse molemo ka mesebetsi ya hae, hoo ke mpho ya Modimo. Ke tseba le hore tsohle tseo Modimo a di etsang di tla hlola kamehla yohle. Ha ho letho leo motho a ka le eketsang kapa a le fokotsa ho tsona. Modimo o etsa tsena hore batho ba tle ba mo tshabe. Tse teng ha di qale ho ba teng, tse tla ba teng di bile teng pele; Modimo o etsa hore tsohle di sene, di suthelane sebaka. Mona lefatsheng ka boela ka bona hona: Sebakeng sa kahlolo ka bona bokgopo, sebakeng sa toka ka bona bokgopo. Yaba ke bua ka pelo, ke re: “Modimo o tla ahlola ya lokileng le ya kgopo; ntho ka nngwe e na le nako ya yona, ketso ka nngwe e na le nako ya yona.” Ka boela ka bua ka pelo, ka re: “Modimo o bea batho tekong, hore ba tle ba lemohe hore ba tshwana le diphoofolo. Tse hlahelang diphoofolo di hlahela le batho. Pheletso ya bona e tshwana le ya diphoofolo; batho ba shwa jwaloka diphoofolo. Motho o phefumoloha moya o tshwanang le oo phoofolo e o phefumolohang. Motho ha a fete phoofolo ka letho, hobane tsohle ke lefeela. Ntho tsohle di fella nqa e le nngwe; tsohle di tswa leroleng, mme tsohle di kgutlela leroleng. Ke mang ya tsebang hore na moya wa motho o nyolohela hodimo, wa phoofolo wona o theohela tlasa lefatshe?” Ka baka leo ke bone hore ha ho letho le molemo ho feta hore motho a ithabise ka tseo a di entseng, hobane hoo ke yona kabelo ya hae. Ke mang ya ka etsang hore motho a bone tse tla etsahala ha a se a shwele? Ka boela ka nahana, mme ka bona diketso tsohle tsa kgatello tse etswang mona lefatsheng: Ka bona meokgo ya ba hatellwang, feela bona ba se na motshedisi; bahatelli ba bona ba ena le matla, feela ba hatellwang ba se na motshedisi. Kahoo ka lebohela ba seng ba shwele, ho ena le bana ba ntseng ba phela. Bobedi ba fetwa ke ya eso tswalwe, ya eso ka ba a bona bokgopo, bokgopo bo etswang mona lefatsheng! Ka hlokomela hore boikitlaetso bohle le katleho yohle, di tswalwa ke ho honohelana ha batho. Hona le hona ke lefeela le tshwanang le ho lelekisa moya feela. Sethoto se phutha matsoho a sona, mme se ipolaye ka bosona. Seatla se le seng se fupereng kgotso se feta tse pedi tse tshwereng ka thata, tse lelekisang moya feela. Yaba ke boela ke bona mafeela mona lefatsheng: Motho ya mong to! ka monwana, ke eo, ha a na mora, ha a na ngwanabo, o sebetsa ka thata a sa kgaotse, le yena ka boyena ha a kgotsofalle leruo la hae. Jwale o a ipotsa: “Ke sebeletsa mang, ha ke itima tsa boithabiso?” Le hona ke lefeela, ke ho sebeletsa lelea! Ba babedi ba feta ya mong, moputso wa bona o a hlamatseha. Ha e mong a ewa, e mong o a mo tsosa; ho madimabe ya wang ho se na mothusi! Ba babedi ba a futhumatsana ha ba kopanetse dikobo; ya robetseng a le mong a ka futhumala jwang? Ntjapedi ha e hlolwe ke sebata, thapo e kgwele di tharo e dieha ho kgaoha. Mohlankana ya futsanehileng, empa a le bohlale, o feta kgosi e tsofetseng, e sethoto, e seng e sa tsebe le ho mamela dikeletso. Mohlomong mohlankana eo o tswa tjhankaneng ho tla ba kgosi, kapa ebe o tswaletswe bofutsaneng, empa a tswallwa mmusong oo e tla ba wa hae. Ke bone batho bohle ba phelang mona lefatsheng, ba tsamayang le mohlankana ya tla hlahlama kgosi. Batho bao kgosi e tla ba busa ha ba na palo, empa le yona kgosi ha e se e fetile e ke ke ya thabelwa ke ba tla e hlahlama. Ruri le hona ke lefeela le tshwanang le ho lelekisana le moya feela. Ha o eya ka tlung ya Modimo, hlokomela mehato ya hao. Atamela haufi, o mamele, ho ena le ho ya etsa nyehelo ya mahlabelo jwaloka dithoto tse sa tsebeng hore di etsa sebe. Se potlakele ho ahlamisa molomo, pelo ya hao e se ke ya ba lehala ho bua ho hong kapela Modimo. Modimo o lehodimong, wena o lefatsheng, kahoo polelo tsa hao di se be kae. Jwalokaha toro e tswalwa ke metouto, polelo tsa sethoto di tswalwa ke ho bua haholo. Ha o etsetsa Modimo kano, o se ke wa dieha ho e phethahatsa, hobane Modimo ha a kgahlwe ke dithoto. Phethahatsa seo o ikanetseng sona. Ho molemo ha o ke ke wa etsa kano, ho ena le hore o e etse, ebe ha o e phethahatse. Se dumelle leleme la hao ho o kgannela sebeng, ebe jwale o re ho moromuwa wa Modimo: “Ke entse phoso!” Eba o etsetsang hore Modimo a halefiswe ke dipolelo tsa hao, ebe o fedisa mosebetsi wa matsoho a hao? Ditoro tse ngata le dipolelo tse ngata ke mafeela, empa wena eka kgona o tshabe Modimo. Ha o bona mofutsana a hatellwa, a amohuwa toka le ditokelo tsa hae naheng ya heno, tseo di se ke tsa o makatsa, hobane mookamedi o na le ya mo okametseng, mme baokamedi le bona ba na le mookamedi e moholo. Se molemo ho setjhaba sohle ke kgosi e thahasellang temo. Ya ratang tjhelete ha e ke be e mo lekane, ya ratang leruo kamehla o a le halala; hona le hona e sa le lefeela. Ha leruo le ata, bafepuwa ba a ata; ebe le thusa monga lona ka eng, haese ho nna a le boha kamehla? Mosebeletsi o robala boroko, ebang o a lapa kapa o a kgora, empa morui ya hafang ka nkatana ha a bo hlothe ke maruo a hae! Ho na le bobe bo otlang pelo, boo ke bo boneng mona lefatsheng: Motho o bokella leruo le tlise bosoto, kapa ka bomadimabe ebe le a senyeha, mora hae a qetelle a sa fumana lefa. Jwalokaha motho eo a tswetswe a le feela, o tla ya lebitleng a ntsa le feela. Hara tsohle tseo a di sebeditseng, a ke ke a nka le e nngwe ka letsoho la hae. Hona le hona ke bobe bo otlang pelo: Motho o ikela a le feela sa ha a tswalwa; ebe o fumaneng ka ho sebeletsa lelea? Tshiu tsa hae tsohle o di qeta hara lefifi, a swabile haholo, a kula, a halefile! Yaba ke bona hore ho molemo, ho bile ho lokile hore ka matsatsi a seng makae a bophelo, ao Modimo a mo neileng wona, motho a je, a nwe, a ithabise ka tsohle tsa mosebetsi wa matsoho a hae mona lefatsheng, hobane hoo ke yona kabelo ya hae. Hape ke mpho ya Modimo ho motho ka mong eo Modimo a mo fileng leruo le matlotlo le matla hore a ithabise ka wona, mme o lokela ho amohela kabelo eo ya hae, a ithabise ka tsa mosebetsi wa matsoho a hae. Motho ha a ke a nahana bokgutshwanyane ba bophelo ba hae, hobane Modimo o mo phedisa ka nyakallo. Ho na le bobe bo bong boo ke bo boneng mona lefatsheng, mme bo imela batho haholo. Modimo o fa motho leruo, matlotlo le tlotla, hoo a sa haellweng ke letho la tseo a di labalabelang, empa Modimo ha a ke a mo fa matla a hore tsena a di je, ebe di jewa ke motho e mong. Hona ke lefeela, ke bobe bo otlang pelo. Ha monna a ka tswala bana ba lekgolo, mme a phela dilemo tse ngata, ha ho tsotellehe hore na o phela halelele hakae, haeba a ke ke a ithabisa ka maruo ao a hae, le phupu ya hae ya eba e tlontlollang, nna ke re sefolotsana se lehlohonolo ho mo feta. Ho tswalwa ha sona ke lefeela, se shwella lefifing, lebitso la sona ha le tsejwe. Le hoja se sa ka sa bona letsatsi, leha e le ho le tseba, se phomotse hamonate ho feta motho eo. Leha a ka phela dilemo tse dikete tse pedi, mme a se ke a ithabisa ka maruo a hae, feela o ya sebakeng se le seng le sefolotsana seo. Tshebetso yohle ya motho ke ho lemisetsa mmetso, takatso tsa hae tsona ha di ke di kgotsofala. Mohlalefi o feta ya sethoto ka eng? Mofutsana o fumanang ka ho tseba ho phela le batho? Molemo ke ho kgotsofalla seo o se bonang, ho ena le hore takatso ya hao e kgelekgethe. Hona le hona ke lefeela le mafeela, ho tshwana le ho lelekisa moya feela. Seo motho a leng sona kgale se tsejwa, kgale ho tsejwa hore motho ke motho; ha ho motho ya ka hwebeshanang, le senatla se mo feta ka matla. Ho bebera haholo ke ho bua mafeela; jwale ebe motho ho ka mo ruisa eng? Ke mang ya ka tsebang se molemo ho motho bophelong boo bo bokgutshwanyane, boo a fetang ho bona jwalokaha eka ke seriti? Ke mang ya ka mmolellang se tla etsahala moo lefatsheng ha yena a se a iketse? Bitso le letle le feta menkwane ka ho rateha, tsatsi la lefu le molemo ho feta la tswalo. Ho molemo ho etela lapa le aparetswe ke bofifi, ho ena le ho etela lapa la moketeko, hoba lefu ke pheletso ya motho ka mong; ba phelang hona ba ho nahane hantle. Maswabi a molemo ho feta ditsheho; pelo e ka thaba fahleho se ntse se swabile. Pelo tsa bahlalefi di lapeng la bofifi, pelo tsa dithoto di lapeng la menyanyako. Ho molemo ho mamela kgalemo ya mohlalefi, ho ena le ho mamela pina ya dithoto. Meutlwa ha e beseletsa pitsa e a qhoma; tsheho la dithoto le lona le jwalo. Hona le hona ke lefeela la mafeela. Mohlalefi wa mohatelli o a thotofala, tjotjo yona e senya pelo ya motho. Pheletso ya taba e molemo ho feta qaleho ya yona, momamelli o molemo ho feta moikakasi. O se itlwaetse ho halefa kapele, thoto di kwetlile kgalefo ka difubeng tsa tsona. Se ke wa re: “Ke hobaneng ha tshiu tsa kgale di bile molemo ho feta tsa kajeno?” Ho botsa potso ena ke ho hloka bohlale. Bohlale bo molemo jwaloka lefa, bo atlehisa batho ba ntseng ba phela. Bohlale bo a sireletsa, tjhelete e a sireletsa; molemo o moholo wa tsebo ke ona: Ba ruileng, bohlale bo ba nea bophelo. Ako tadime mesebetsi ya Modimo: Se kgopamisitsweng ke Modimo, se ka kgopamollwa ke mang? Mohla tsatsi la thabo nyakalla le wena, mohla tsatsi la mahlonoko ako hopole sena: Matsatsi ana, bobedi, a entswe ke Modimo; kahoo tsa kamoso motho a ke ke a di tseba. Bophelong bona ba ka ba lefeela ke bone dintho tsena: Motho o a shwa leha a ntsa lokile, motho o a tsofala leha a ntsa le kgopo. Se itokafatse ho feta tekanyo, kapa wa itlhalefisa ho feta tekanyo; ebe o ipolaelang ka ho etsa jwalo? Se be kgopo ho tlola moedi, le teng o se ke wa iketsa sethoto; o tla bo shwellang pele ho nako ya hao? Molemo ke ho itshwarella ka polelo ya pele, le ya bobedi o se ka e nyahlatsa; ya tshabang Modimo o phema tsietsi tsena bobedi! Bohlale bo matlafatsa motho, motho wa mohlalefi, a fete babusi ba motse ba le leshome. Ha ho ya lokileng mona lefatsheng, ya etsang ho molemo, ya sa etseng sebe. Se mamele dipuo tsohle tsa batho, esere wa utlwa mohlanka wa hao a o rohaka. Le wena ka pelong o tseba hantle, ke ka makgetlo ba bang le wena o ba rohaka. Ka bohlale, tsena tsohle ke di lekile, ka re: “Le nna ke sa tla be ke hlalefe!” Empa bohlale ke sitwa ho bo fihlela. Seo se hole, se tebileng hakaalo, ebe ya ka se sibollang ke mang? Ka pelong ka labalabela ho batla tsebo, ho fuputsa le ho sibolla bohlale, ho fumana mabaka a boleng ba dintho; ho tseba ha bokgopo e le bothoto, bothoto bona e le bohlanya. Mosadi ya tshwasang ka maqiti a hae, eo pelo ya hae e tshwanang le sefi, matsoho a hae a kang mahlaahlela, ka fumana a tshabeha ho feta le lefu. Ya kgahlisang Modimo o tla phonyoha atleng tsa hae, athe moetsadibe yena o tla tshwaswa. “Ako bone mona,” ho rialo Moruti, “seo ke se sibolotseng ke sena: “Ha ke ntse ke nahana taba ka nngwe, ho fumana mabaka a boleng ba dintho; ha ke ntse ke fuputsa, ke sa fumane letho, ka fumana monna wa banna ho ba sekete, hara basadi teng ha ke a fumana le ya mong! Seo ke se fumaneng feela ke sena: Modimo o bopile motho a lokile, batho ba iqapetse mamenemene a mangata.” Ya tshwanang le mohlalefi ke mang? Ya tsebang ho hlalosa dintho ke mang? Bohlale bo edisa fahleho sa motho, ho tsunkana ha sona ebe ho a fetoha. Ke re ho lona: Hlomphang taelo ya kgosi, hobane le entse kano kapele ho Modimo. Le se no potlakela ho tloha kapele ho kgosi, le se ke la ngangella tabeng e mpe, hobane kgosi e etsa seo e se ratang. Kaha lentswe la kgosi le ena le matla, ke mang ya ka reng ho yona: “Jwale o etsang?” Ya hlomphang taelo ya kgosi a ke ke a tswa kotsi, mohlalefi o tseba hore nako ya kahlolo e teng. Ntho ka nngwe e na le nako ya kahlolo ya yona, empa bokgopo ba motho bo mo imela haholo. Motho ha a na tsebo ya tse tla etsahala; tsa maisao a ka di senolelwa ke mang? Motho ha a na matla a ho busa moya wa hae, kapa a ho laola tsatsi la lefu la hae; ha ntwa e kopane ha ho bewe dihlomo fatshe, bokgopo bo ke ke ba lokolla ba bo etsang! Tsena tsohle ke ile ka di elellwa, ha ke ntse ke nahana dintho tsohle tse etswang mona lefatsheng. Ka hlokomela kamoo motho e mong a iketsang mmampodi kateng hodima ba bang, mme a ba hlokofatsa. Ka bona le ba kgopo ba epelwa, bona ba neng ba ye ba kene ba be ba tswe sebakeng se halalelang, mme baahi ba motse ba ba rorisetse tseo ba di entseng. Hona le hona ke lefeela. Ka baka la hobane ba kgopo ba dieha ho ahlolwa, batho ba ikemiseditse ho etsa bobe ka sebete. Leha moetsadibe a ka etsa bokgopo halekgolo, yaba o phela halele, feela ke tseba hantle hore ba tshabang Modimo, ba mo hlomphang, ke bona ba tla phela hamonate. Empa ya kgopo a ke ke a phela hamonate, le matsatsi a bophelo ba hae a ke ke a lelefala jwaloka seriti, hobane yena ha a tshabe Modimo. Ho na le mafeela a etsahalang mona lefatsheng. Batho ba lokileng ba fumana se lokelang ba kgopo, athe ba kgopo ba fumana se lokelang ba lokileng. Hona le hona ke lefeela. Ka baka lena ke thoholetsa boithabiso, hobane mona lefatsheng ha ho ntho e molemo ho motho, haese hore a je, a nwe, mme a nyakalle. O tla nne a nyakalle jwalo ha a le mosebetsing wa hae, ka matsatsi wohle a ho phela ha hae, ao Modimo a mo neileng wona mona lefatsheng. Ha ke ntse ke labalabela ho tseba bohlale le ho hlahloba mesebetsi e etswang mona lefatsheng, ka elellwa hore bosiu le motsheare motho ha a robale, mme ka bona le mesebetsi yohle ya Modimo. Ka elellwa hore ha ho motho ya utlwisisang se etsahalang mona lefatsheng. Le hoja motho a leka kahohle ho fuputsa mesebetsi ena, o sitwa ho e fihlela. Leha mohlalefi a ithetsa ka ho re yena o a tseba, empa a ke ke a ba a e utlwisisa. Tsena tsohle ke ile ka di nahana, ka leka ho di hlalosa, ka fumana hore ba lokileng le ba bohlale, hammoho le mesebetsi ya bona, ba matsohong a Modimo. Hore na ba a ratwa kapa ba hloilwe, le teng ha ba tsebe; motho ha a tsebe se mo tlelang. Bohle ba hlahelwa ke ntho e tshwanang: Ya lokileng le ya kgopo, ya molemo le e mobe, ya hlwekileng le ya sa hlwekang, ya etsang mahlabelo le ya sa etseng mahlabelo. Ya etsang hantle o tshwana le moetsadibe; ya hlapanyang o tshwana le ya sa hlapanyeng. Bona ke bona bobe bo teng dinthong tsohle tse etsahalang mona lefatsheng. Bohle ba hlahelwa ke ntho e tshwanang. Dipelo tsa batho di tletse bokgopo, di bile di na le bohlanya ha batho bao ba sa ntsane ba phela, mme hamorao ba balellwa le bafu. Ya ntseng a phela o sa na le letshepa, hobane le ntja e phelang e molemo ho feta tau e shweleng. Ba phelang bona ba a tseba hore ba tla shwa, athe bafu bona ha ho letho leo ba le tsebang, moputso le wona ha ba ka ke ba o fumana, esita le ho hopolwa ha ba sa hopolwa. Lerato le lehloyo le lefufa la bona, tsena tsohle di timetse le bona; ha ba ka ke ba hlola ba eba le kabelo ho tsohle tse etswang mona lefatsheng. Eya, o itjelle dijo ka thabo, o inwelle veine o nyakaletse, hoba Modimo o sa kgahlisitswe ke ketso tsa hao. Kamehla o apare aparo tse tshweu, kamehla hlooho ya hao e tlotswe ka ole. Ka matsatsi wohle a bophelo ba hao ba lefeela, boo Modimo a o neileng bona mona lefatsheng, e leng matsatsi a se nang thuso, iphelele ka thabo le mosadi wa hao eo o mo ratang. Ona ke wona moputso oo o o fumanang ha o ntse o phela, mme o sebetsa ka thata mona lefatsheng. Tsohle tseo o ka di etsang, o di etse ka matla a hao kaofela, hobane lebitleng, moo o yang teng, ha ho sa na mosebetsi, kapa merero, kapa tsebo, kapa bohlale. Ke bone ho hong hape mona lefatsheng: Ba lebelo hase bona ba siyang kamehla, dinatla hase tsona tse hlolang kamehla, ba bohlale hase bona ba tjhayang kamehla, ba masene hase bona ba ruang kamehla, bahlalefi ha ba dule tulo tse phahameng kamehla; menyetla e tlela bohle ka dinako tsa yona. Hape ha ho motho ya tsebang hore na nako ya hae e tla tla neng: Jwalokaha tlhapi di tshwaswa ke tlowa le sehloho, kapa dinonyana di tshwaswa ke leraba, batho le bona ba tshwaswa ke nako tse mahlonoko, di ba tsometse ba sa lebella letho. Ke bone bohlale bona bo bong hape mona lefatsheng, mme ha ke bo tadima ke bona bo le boholo: Ho kile ha eba le motsana o nang le baahi ba seng bakae. Yaba kgosi e nngwe a matla e a o futuhela, e o etsetsa thibella, e haha marako ho o potapota. Motsaneng oo ho ne ho ena le monna e mong ya futsanehileng, ya bohlale, eo ka bohlale ba hae a ileng a o lopolla; feela ha ho ya kileng a mo hopola. Yaba ke re: “Bohlale bo molemo ho feta bonatla!” Empa bohlale ba monna ya futsanehileng bo a nyediswa, le dipolelo tsa hae ha di mamelwe. Polelo tse bonolo, tse buuwang ke mohlalefi, di molemo ho feta mehoo ya ya busang dithoto. Bohlale bo molemo ho feta hlomo tsa ntwa, modibe ya mong o senya tse ngata tse molemo. Jwalokaha ntsintsi tse shweleng di nkgisa menkwane, bothotwana le bona bo senya bohlale le botumo. Pelo ya ya bohlale e sekamela ho lokeng, pelo ya ya sethoto e sekamela bokgopong. Sethoto se tsamaya tseleng se se na kelello, bohle se ba bolella hore dithoto ke bona. Haeba kgalefo ya mmusi e o tlokela, tulo tsa hao o se ka sutha ho tsona, hoba boikokobetso bo fedisa diphoso tse kgolo. Ho na le bokgopo boo ke bo boneng mona lefatsheng, phoso eo sesosa sa yona e leng mmusi: Thoto di bewa ditulong tse phahameng haholo, barui bona ba bewe ho tse tlasetlase. Ke bone makgoba a kaletse dipere, mahosana wona a tasola seka makgoba. Ya tjhekang lemena a ka nna wela ho lona, ya heletsang lerako a ka nna longwa ke noha. Ya thuang majwe a ka nna pitlwa ke wona, ya rathang patsi a ka nna hlajwa ke phatsa. Ha selepe se le nthithi, se sa leotswe, eka kgona moratha-patsi a be sefea; athe setsebi se thuswa ke bohlale ba sona. Ha noha e ka loma pele e khwefuwa, mokhwefi wa dinoha a ke ke a putswa. Polelo tsa ya bohlale di a kgahleha, athe tsa sethoto tsona di a se timetsa; ha se bua se ye se qale ka ho phorohla, se qetelle ka ho pota sa motho wa mapokaetsi. Sethoto ha se hehla ha se kgaotse! Motho a ke ke a tseba tse tla etsahala; tse tla hlaha hoba a fete di ka senolwa ke mang? Thoto se tepeletswa ke mosebetsi wa sona, le tsela e yang motseng ha se e tsebe. Ho madimabe naha e buswang ke kgosi ya moshanyana, eo mahosana a vona a ketekang e sa le hoseng! Ho lehlohonolo naha e buswang ke kgosi e tswalehileng, eo mahosana a yona a ketekang ka nako ya teng, a jelang ho matlafala, e seng hore a tahwe. Bokgoba bo etsa hore maballo a ntlo a kobehe, ha matsoho a sa tshware, ntlo eo e ye e nele. Mokete o etsetswa boithabiso, veine yona e natefisa bophelo, empa ka tjhelete o ka fumana tsohle. Se rohake kgosi, leha e le ka mehopolong ya hao, kapa morui ha o le ka kamoreng ya ho robala, hoba nonyana e fofang e ka utlwa polelo tsa hao, tlhatsinyane ha e rura ya tsamaya e di bolela. Lahlela bohobe ba hao hodima metsi, hobane kamoso o tla bo fumana. Bo abele ba supileng kapa ba robedi kaha tsietsi tsa lefatshe o ke ke be wa di tseba. Haeba maru a dusa pula a tla e nesetsa hodima lefatshe; fate se ka wela ka borwa kapa ka leboya, moo se welang teng ke moo se tla rapalla teng. Ya lebeletseng moya a ke ke a jala, ya tadimileng maru a ke ke a kotula. Jwalokaha tsela ya moya o sa e tsebe, kapa popeho ya ngwana ka popelong, o ke ke wa tseba mesebetsi ya Modimo, e leng yena ya entseng tsohle. Peo ya hao o e jale e sa le hoseng, ho fihlela mantsiboya matsoho a hao o se a phuthe, hobane ha o tsebe e tla atleha, kapa bobedi di tla mela hantle. Ruri lesedi le molemo, le mahlo a thabela ho bona letsatsi. Leha motho a ka phela lemo tse ngata, a ithabisa ka tsona tsohle, feela a hopole matsatsi a lefifi, hobane a tla ba mangata haholo; tsohle tse tla tla ke lefeela. Wena mohlankana, ithabise o sa le motjha, o nyakallele matsatsi a botjha ba hao; o latele thato ya pelo ya hao, o tsamaye ho ya ka tjhadimo ya hao; feela o tsebe Modimo o tla o ahlola, a o ahlolele ketso tsohle tsa hao. Kahoo fedisa matshwenyeho a pelo ya hao, o hlohlolle tsietsi tsa mmele wa hao, hoba bongwana le botjha ke mafeelafeelane. Hopola Mmopi wa hao o sa le motjha, matsatsi a ditsietsi a eso ka a fihla, ho eso tle dilemo tseo ka tsona o tla re: “Ha ke sa thabiswa ke letho ho tsona!” Mo hopole tsatsi le eso fifale, le lesedi le kgwedi le tsona dinaledi, maru a pula a eso aparele hape; matsoho a hao a eso rerekele, meno a hao a eso ka a kgenoha, mahlo a hao a eso ho fifale, tsebe di sa utlwa marata diterateng, lerata la ho sila le sa utlwahala; melodi ya dinonyana e eso be mowewetso, dipina tsohle di sa utlwahala; batho ba eso tshabe ho hlwa mekwalaba, ho tsamaya ditseleng ho so be kotsi; moriri wa hlooho o eso pudufale, o eso tsamaye o kokoroha, o kokoroha sa tsienyane, takatso tsa hao tsohle di eso fele; hobane motho o ya boyabatho, mahahabo a mo hlabele sa mmokotsane. Mo hopole kgwele ya silefera e eso kgaohe, jana sa kgauta se eso pshatlehe, nkgo e eso bjaratsehe sedibeng, kgwele ya sekgello e eso kgaohele ka sedibeng; lerole le eso busetswe leroleng, moya o kgutlela ho Modimo, Mofani wa wona. “Lefeela la mafeela,” ho rialo Moruti, “tsohle ke lefeela!” Moruti o ne a sa hlalefa feela, empa o ne a bile a ruta batho tseo a di tsebang. O ile a nahana, a fuputsa, mme a hlophisa maele a mangata. A batlisisa mantswe a nepahetseng, mme dipolelo tseo a di ngotseng tsa nepahala, ya eba tsa nnete. Dipolelo tsa bahlalefi di tshwana le ditsenene; maele a bokeletsweng a tshwana le dithakgisa tse kgokgothetsweng fatshe, mme kaofela a tswa ho Modisa a le mong. Jwale itlhokomele, ngwana ka! Ho ngolwa ha dibuka ha ho fele; ho ithuta haholo le hona ho tepeletsa mmele. Tsohle jwale di utlwahetse, mme qetello ya taba ke ena: Tshaba Modimo, o boloke melao ya hae, hoba hona ke tshwanelo yohle ya motho. Diketso tsohle Modimo o tla di ahlola, esita le tsona tsohle tse entsweng bofihla, ebang di ntle kapa di mpe. Sefela sa Difela sa Solomone. Ako nkake ka molomo wa hao, hoba rato la hao le monate ho feta veine. Menkwane ya ditlolo tsa hao e nkga hamonate, bitso la hao le ka setlolo ha se qhatsitswe, hase feela barwetsana ba o dumang! Nkuke ke ye le wena, re mathe mmoho, kgosi e nkise kamoreng ya yona. Re tla didietsa, re o nyakallele, re rorise rato la hao ho feta veine. Ba nepile hakaakang ha ba o duma hakaale! Leha ke le motshwana, nna ke botlenyana, lona baradi ba Jerusalema; ke motshwana sa tente tsa Kedare, ke ka masira a tente ya Solomone. Se mmakalleng hobane ke le motshwana; ke motshwana tjena hobane tsatsi le ntjhesitse. Kgaitsedi tsa ka di ne di ntlhoile, tsa ntaela ho ya tshosa masimong a morara, nako ya ho itlhokomela yaba ke a e hloka. Ako mpolelle, wena moratuwa wa ka, moo kgulo la mohlape wa hao le leng teng, moo o bothisang mohlape wa hao teng, ha le le hloohong tsa mengala, esere ka fumanwa ke ntse ke lelera, ke o batla hara mehlape ya thaka tsa hao. Haeba o sa tsebe, wena Seilatsatsi hara basadi. latela mohlala wa mohlape, potsanyane tsa hao o di fudise, o di fudise pela ditente tsa badisa. Wena moratuwa, o ka pitse ya sethole, e hulang kariki ya Faro ya ntwa. Marama a hao a a rateha ka masale a lepeletseng, molala wa hao o tshwanelwa ke faha tsa mabenyane. Re tla o etsetsa masale a kgauta, re a kgabise ka naletsana tsa silefera. Ha kgosi e ne e dutse dijong, menkwane ya ka ya nkga hamonate. Ho nna moratuwa o ka mokotlana o tshetseng mmira, o bang fubeng sa ka ka nako tsohle. Ho nna moratuwa o tshwana le thunthung tsa mmasa, tse tswang masimong a morara, masimo a Ene-Gedi. O motle hakaakang, wena moratuwa wa ka! O motle hakaakang! Mahlo a hao a mapudutswana sa maeba! O motle hakaakang, wena moratuwa! E, ruri o motle, o a rateha! Moalo wa rona o ka jwang bo botalana! Dibalaka tsa ntlo ya rona ke tsa kedare, maballo a yona ke a difate tsa modutu. Nna ke palesa ya Sharone, mohaladitwe o melang dikgohlong. Ha moratuwa a le hara barwetsana o ka mohaladitwe hara meutlwa. Ha moratuwa a le hara bahlankana, o ka fate sa apole hara fate tsa meru. Ke thabela ho phomola moriting wa hae; tholwana hae e a hlabosa ha ke e latswa. O nkisitse tlung ya boithabiso, tlung ya dino, a ntshireletsa ka mokhele wa lerato la hae. Mmatlafatseng ka mangangajane a morara, le nkgathlolose ka ho mpha diapole, hoba rato ke lena le mphokodisitse. Ke samme tsoho la hae le letshehadi, ka tsoho la hae le letona o nkopile. Lona baradi ba Jerusalema ke a le laya, ke le laya ka ditshepe le ka dikgama tsa naha: Le se tsose moratuwa wa ka kapa la mo sisinya, ho fihlela yena a ka rata ho tsoha. Ke utlwa lentswe la moratuwa, lentswe ke leo! Ke eo a etla a tlola hodima dithaba, a ntsa laqoma hodima maralla. Moratuwa o tshwana le tshepe kapa namane ya kgama; mmoneng ke eo a eme kamora lerako, a shebile ka fesetere, a hlwedisa le ka diphera. Jwale moratuwa o bua le nna, o re: “Ema, wena moratuwa wa ka, wena botlenyana wa ka, itlele re tsamaye. Bona, mariha a sa fetile, pula le tsona di kgaoditse. Palesa di fupuhile hara mohlaba, nako ya ho bina e se fihlile, kunkuru ya maebana-kgorwana, e utlwahala naheng ya heso. Sefate sa feiye se beha tholwana tsa sona, morara o a thunya, ho nkga hamonate. Ema, wena moratuwa wa ka, wena botlenyana wa ka, itlele re tsamaye.” Wena leebana la ka le ipatileng mafarung, le ipatileng methating, tsullung tsa dithaba, ako mpontshe fahleho sa hao, ntswe la hao le lona ke le utlwe, ntswe la hao ho nna le a hohela, hoba fahleho sa hao ho nna se a rateha. Re tshwasetseng diphokojwe le diphokojwana, tsona tse senyang masimo a rona a morara, hoba jwale morara wa rona o thuntse. Moratuwa ke wa ka, le nna ke wa hae, o fudisa mohlape wa hae, o o fudisa mehaladitweng. Tsatsi le eso tjhabe, meriti e eso honyele, kgutla, wena moratuwa, o tlole jwaloka tshepe, kapa namane ya kgama hara dithaba tse matsaranka. Bosiu ha ke robetse phateng tsa ka, ke ile ka batla ya ratwang ke pelo ya ka; ka mmatla, ka se ke ka mo fumana. Jwale ka tsoha ka ya le motse wohle, terateng tsa wona le mabaleng a wona, ke batla ya ratwang ke pelo ya ka; ka mmatla, ka se ke ka mo fumana. Ka teana le balebedi ba ntse ba potoloha le motse, ka re ho bona: “Na le kile la bona moratuwa wa ka?” Yare ke sa tswa ba feta, moratuwa wa ka ka mo fumana; ka mo mamarela, ka se ke ka mo tlohela ho fihlela ke kena le yena ka lapeng heso, ke mo isa ka kamoreng ya mme, montswadi wa ka. Lona baradi ba Jerusalema, ke a le laya, ke le laya ka ditshepe le ka dikgama tsa naha: Le se tsose moratuwa wa ka kapa la mo sisinya ho fihlela yena a ka rata ho tsoha! Elwa ya hlahang lehwatateng ke mang, ya kang mosi o lopaletseng, ya noneditsweng ka mmira le mokubetso, tse tswakilweng ka dinoko tsohle tsa kgwebo? Ke Solomone, o nkile malao a hae, o potapotilwe ke bahale ba mashome a tsheletseng, mokgetho wa dikwankwetla tsa naha ya Iseraele. Kaofela ha bona ba hlometse ka disabole, kaofela ha bona ntwa ba e tlwaetse, disabole di leketla qholong tsa bona, ba laletse ha mokgosi wa bosiu o hlajwa. Kgosi Solomone o iketseditse malao, a a etsa ka lehong la Lebanone; ditshiya tsa wona a di etsa ka silefera, mokokotlo wa wona ya eba wa kgauta, kallane ya eba ya lesela, lesela le perese, bokahare ba wona bo lohilwe ke baradi ba Jerusalema bo lohilwe ke bona ka lerato. Tswang ka matlung, lona baradi ba Sione, tswang le bone kgosi Solomone o rwetse moqhaka, moqhaka a o rwesitswe ke mmae mohla lenyalo, mohla thabo e kgaphatsehang pelong ya Solomone. O motle hakaakang, wena moratuwa wa ka! O motle hakaakang! Mahlo a hao a kwahetsweng ke lesira a ka maeba, moriri wa hao o ka mohlape wa dipodi ha di lepella Thabeng ya Gileade. Meno a hao a ka mohlape wa dinku di qeta ho kutwa, di nyoloha moo di tswa hlatsuwa teng; thojana ka seng se tswetse mafahla, ha ho le se seng sa tsona se sa tswalang. Melomo ya hao e ka kgwele e kgubedu, ho bua ha hao le hona ho a kgahleha; marama a hao, a kwahetsweng ke lesira, a tshwana le kgekge tsa kgarenate, kgarenate e petsotswe. Molala wa hao o tshwana le tora ya Davida, e hahilweng ka bokgabane bo boholo; ho yona ho leketla dithebe di le sekete, kaofela ha tsona e le dithebe tsa bahlabani. Matswele a hao a ka potsanyane tse pedi, mafahlanyana a tshepe a fulang mehaladitweng. Tsatsi le eso tjhabe, meriti e eso honyele, ke tla nyolohela thabeng e metseng tlama tsa mmira, ke nyolohele leralleng le metseng tlama tsa mokubetso Moratuwa, botle ba hao bo phethehile, botle ba hao bo hloka sekodi. Tloha le nna Lebanone, monyaduwa wa ka, tloha le nna Lebanone! Theoha tlhorong ya Amana, o theohe tlhorong ya Senire le ya Heremone, o tlohe dilaong tsa ditau, thabeng tseo mangau a phelang ho tsona. O hapile pelo ya ka, wena kgaitsedi, o hapile pelo ya ka, monyaduwa wa ka; wa e hapa ka ho nthe hedi! ka la moleka, ka mofollelo o le mong wa faha sa molala wa hao. Rato la hao le monate hakaakang, kgaitsedi, monyaduwa wa ka! Rato la hao le monate ho feta veine, menkwane ya hao e feta le ya dinoko! Mahe a dinotshi a rotha molomong wa hao, monyaduwa wa ka, tlasa leme la hao ho tswa lebese, le mahe a dinotshi, menkwane ya aparo tsa hao e ka ya Lebanone. O rapa se sireleditsweng, kgaitsedi, monyaduwa wa ka; o diba se haheleditsweng, sa bitielwa. Dikgarenate ke dimela tsa tshimo ya hao, tholwana tsa tsona, ka monate, di a babatswa! Mmasa le dinareta le tsona di a fumanwa. Ho metse nareta le saforone le lehlaka le sinamone, le fate tsa mokubetso ka mefuta ya tsona. Mmira le lekgala le tsona di mela moo, le tlamana tsohle tse monko o monate. O mohlodi o nwesetsang serapa, o diba sa metsi a kollang, a phallang a etswa kwana Lebanone. Tsoha wena moya wa leboya, ako tle le wena moya wa borwa! Puputlelang ka serapeng sa ka, menkwane ya sona e phatlallele hohle, moratuwa a ke a tle ka rapeng sa hae, a je tholwana tse monate ka ho fetisa! Ke tlile rapeng sa ka, wena kgaitsedi, monyaduwa wa ka, ke ikgeletse mmira, mmoho le dinoko tsa ka; ke jele mahe a dinotshi, mmoho le kgekge ya wona, ke nwele veine ya ka le lona lebese la ka. Jang, le nwe, lona metswalle, le nwe haholo, lona baratuwa! Leha ke ne ke robetse, pelo ya ka e ne hlobaela, ka utlwa moratuwa a kokota monyako, a re: “Mpulele kgaitsedi, moratuwa wa ka, leebana la ka, pabala ya ka; hlooho ya ka e metsi ke ho lalwa ke phoka, moriri wa ka o mongobo ke leswe la bosiu.” “Aparo sa ka ke se ke se hlobotse, na nka boela ka se apara? Maoto a ka le wona ke se ke a hlatswitse, na nka boela ka a silafatsa?” Ha moratuwa a tshwara lemati, a le tshwara ho bula, pelo ya ka e a thanya ha ke mo hopola. Ka tsoha ho bulela moratuwa monyako, mmira o rotha matsohong a ka, menwana le yona e rotha mmira, ha ke tshwara mohele wa lemati ke bula. Moratuwa wa ka ka mmulela monyako, athe moratuwa o sa fetile, a ile. Ha a bua ka kgathala matla, ka mmatla, ka se ke ka mo fumana, ka mmitsa, empa a se ka nkaraba Balebedi ha ba pota le motse ba mphumana, ba nteteka, ba ntlatsa matoma; balebedi bao ba hodima marako, ba ntlhotholotsa seaparo sa ka! Lona baradi ba Jerusalema ke a le laya: Ha le fumana moratuwa le tla reng ho yena? Mmolelleng hore rato lena le a nkudisa. Moratuwa wa hao o feta ba bang ka eng, wena Seilatsatsi hara basadi ba bang? Moratuwa wa hao o feta ba bang ka eng, hoo o ka re layang ka mokgwa o tjee? Moratuwa o leredi, madi a thopohetse letlalong, ke yena pabala hara ba kete di shome; hlooho ya hae e ka kgauta e hlwekisitswe, moriri o ririetse, o motsho sa mokgwabane. Mahlo a hae a mapudutswana, sa maebana-kgorwana a dinokana, a dutse pela metsi e ka a hlatswitswe ka lebese. Marama a hae a ka rapa se metse dinoko, rapa sa ditlama di le monko o monate; melomo ya hae e ka mehaladitwe, mehaladitwe e rothang lero la mmira. Matsoho a hae a ka meholoko ya kgauta, meholoko e kgabisitsweng ka lejwe la Tarashishe; mmele wa hae o benya sa manaka a tlou, manaka a tlou a kgabisitswe ka disafire. Tlhafu tsa hae di tshwana le tshiya tsa mahakwe, tse hodima tshehetso tsa kgauta e hlwekisitswe; bopeho sa hae se kgahleha sa naha ya Lebanone, se kgethehile jwaloka kedare tsa Lebanone. Polelo tsa hae tsona ke tse mathe-malodi, athe ha e le yena ke tjaka, o a rateha. Enwa ke yena moratuwa wa ka, enwa ke yena motswalle wa ka, lona baradi ba Jerusalema. Moratuwa wa hao o ile kae, wena Seilatsatsi hara basadi ba bang? Moratuwa wa hao o nkile efe tsela, re tle re tsebe ho o batlisa yena? Moratuwa o theohetse ka rapeng sa hae, ka ratswaneng se metseng dinoko, ho ithabisa ka serapeng le ho kga mehaladitwe Moratuwa ke wa ka, le nna ke wa hae, o fudisa mohlape wa hae, o o fudisa mehaladitweng. O motle, moratuwa, o tshwana le Tiresa, o rateha jwaloka Jerusalema, o boheha sa mabotho a tshwere mekgele. Tlohela ho ntjheba, o shebe hosele, mahlo a hao a mpakela pherekano. Moriri wa hao o ka mohlape wa dipodi ha di lepella Thabeng ya Gileade. Meno a hao a ka mohlape wa dinku di nyoloha moo di tswa hlatsuwa teng; thojana ka seng se tswetse mafahla, ha ho le se seng sa tsona se sa tswalang. Marama a hao a kwahetsweng ke lesira, a tshwana le kgekge ya kgarenate, kgarenate e petsotswe. Mafumahadi a ka ba mashome a tshelela, basadi ba mafielo ya eba mashome a le robedi, barwetsana ya eba boiyane, ntlhokapalo; empa leebana la ka, pabala ya ka, ke lona feela, ke moradi wa mmae ya tswetsweng a le inotshi, thatohatsi ya mosadi ya ileng a mmeleha. Barwetsana ha ba mmona ba re o hlohonolo, mafumahadi le basadi ba mafielo ba a mo rorisa. Ke mang eo ya hlahang eka mafube, ya leredi jwaloka kgwedi, ya kganyang seka letsatsi, ya bohehang sa mabotho a tshwere mekgele? Ka theohela ka serapeng sa fate tsa ditholwana, ho hlahloba tse melang botjha kahara kgohlo, ho bona hore na morara o so fupile, na dikgarenate tsona di se di thuntse. Yare ke eso ka ke ela hloko, ka ikutlwa eka ke moholo ho feta kgosana, kgosana e busang boiyane ba setjhaba sa yona. Kgutla! Kgutla! Mosetsana wa Moshulame! Kgutla! Kgutla! Re tsebe ho o tadima! Le tadimelang mosetsana wa Moshulame, sa ha le tadima mabotho a teanya ditheko? Maoto a hao a tshwanelwa ke meqathatso, a tshwanelwa ke yona hakaakang, wena kgosatsana, moradi wa kgosi! Thopola tsa hao di ka mabenyane, mabenyane a entsweng ke setsebi sa mekgabiso. Mokgubu wa hao o ka mopotjwana, o sa ke be o hloke veine e tswakilweng ka dinoko. Theka la hao le tshwana le setha sa mabele, se potapotilweng ke mehaladitwe kahohle. Matswele a hao a ka potsanyane tse pedi, potsanyane tsa mafahlanyana, potsanyane tsa tshepe. Molala wa hao o ka tora ya manaka a tlou, mahlo a hao a ka matshana a Heshebone, a pela monyako wa motse, motse oo o moholo. Nko ya hao e ka tora ya Lebanone, tora e lebileng ka nqeng ya Damaseka. Hlooho ya hao e phahame sa Thaba ya Karamele, moriri wa hao o benya sa lesela le perese, lenyetse la hao le hapile pelo ya kgosi. O motle hakaakang, wena moratuwa! Rato la hao le kgahlisa ka tsohle! Seemo sa hao se ka fate sa palema, matswele a hao a ka masihla a morara. Yaba ke re: “Ke tla hlwella hodima fate sena sa palema, ebe ke kgola tholwana tsa sona.” Matswele a hao a tla ka masihla a morara, moya wa hao o ke monkwane wa diapole, molomo wa hao o ke veine e monate. A veine e lelemelle ho moratuwa, e theohele molomong le menong a hae. Nna ke wa moratuwa wa ka, takatso tsa hae di tobile nna feela. Tloo, moratuwa, re ikele hara naha, re yo ipaqamela hara dipalesa. A re tsohelle rapeng tsa morara, re yo bona hore na morara o so fupile, na thunthung tsa wona di se di hlahile, na dikgarenate di se di thuntse na. Lerato ke tla o abela lona re le moo. Apole tsa moratiso di nkga hamonate, tholwana tsa mefuta yohle di pela monyako wa rona; tholwana tse ntjha le tholwana tsa kgale ke o boloketse tsona, wena moratuwa. Eka o ka be o le kgaitsedi ho nna, mme a o hodisitse ka letswele la hae! E ne etlare ha ke o fumana o le kantle, ebe ke a o aka, ho se be ya ka nnyatsang. Ke ne ke tla tsamaya le wena ke o ise lapeng heso, moo mme a ileng a nkgodisetsa teng; ke o nwese veine e nang le metswako, ke o nwese lero la dikgarenate tsa ka. Ke samme tsoho la hae le letshehadi, ka tsoho la hae le letona o nkopile. Lona baradi ba Jerusalema ke a le laya: Le se tsose moratuwa wa ka, kapa la mo sisinya, ho fihlela yena a ka rata ho tsoha. Ke mang eo ya tswang lehwatateng, a itshetlehile ka moratuwa wa hae? Tlasa sefate sa apole ke ile ka o tsosa, hona moo mmao a o emoletseng teng, hona moo mmao a o belehetseng teng. Mpee fubeng sa hao jwaloka setempe, jwaloka lesekana nthwale tsohong la hao, hoba matla a lerato a tshwana le a lefu, sehloho sa lefufa se tshwana le sa lebitla. Lerato le tuka sa kganare e tlola ditlhase, jwaloka tetema e laima malakabe! Matlopotlopo a metsi a ke ke be a le tima, esita le dikgohola di ke ke tsa le hohola; leha motho a ka fana ka ruo lohle la hae, ka lona a leka ho reka lerato, a ke ke a fumana letho, haese ho nyediswa! Re na le letlamorwana la kgaitsedi, matswele a yona e sa le diolamolora. Re tla etsa jwang ka kgaitsedi ya rona, ha mohlankana a rata ho e hloma lesiba? Haeba kgaitsedi e le lerako, re tla e hlomela tora ya silefera; haeba kgaitsedi e le monyako, re tla e kwala ka mamati a dikedare. Nna ke lerako, matswele a ka a ka ditora, mahlong a moratuwa nna ke mmusapelo. Solomone o na ena le serapa, rapa sa morara Baale-Hamone, rapa sena sa hae a se hirisetsa balemi; hore balemi ba tle ba kotule tholwana tsa tshimo eo, molemi ka mong a lefa shekele tsa silefera di le sekete. Nna tshimo ya ka ya morara ke ena, wena, Solomone, nka shekele di le sekete, seabo sa balemi ke makgolo a le mabedi. Wena ya phelang ka dirapeng, metswalle e mametse ho utlwa o bua; ako bue, le nna ke utlwe ntswe la hao. Potlakela ho nna, wena moratuwa, o etsise tshepe kapa namane ya kgama, hodima thaba tse maririela a dinoko. Ena ke pono eo Esaya, mora wa Amose, a neng a e senolelwe mabapa le Juda le Jerusalema, mehleng ya ha ho busa Usiya le Jotame le Akase le Hesekiya, dikgosi tsa Juda. Lona mahodimo mamelang! Wena lefatshe thea tsebe! Morena o buile, a re: “Ke otlile bana, ke ba hodisitse, empa jwale ba mphetohetse. Pholo e tseba monga yona, tonki e tseba sejelo sa yona, empa Iseraele yena o hloka tsebo, tjhaba sa ka sona ha se na kutlwisiso.” Jo! tjhaba sa baetsadibe se tletseng bokgopo! Tloholo tsa ba kgopo, bana ba bodileng! Ba furaletse Morena, ba nyedisitse Ya Halalelang wa Iseraele, ba fela ba mo furaletse. Le sa tla boela le otlwa hokae, ha le ntse le pheella ho mo fetohela? Hlooho yohle e se tletse maoma, mmele wohle le wona o a kula. Ha ho bophelo ho tloha bohatong ba leoto, ho isa hloohong, ke maqeba le matetetso le diso tse petlang, ha di eso hlatsuwe kapa tsa tlamiswa, le ho tlotswa ka ole ha di eso tlotswe. Naha ya lona e hloka baahi, metse ya lona e tjhesitswe ke mollo, baditjhaba ba jesa masimo a lona, le ntse le ba bona, baditjhaba ba sentse naha ya lona. Moradi wa Sione o silwe jwaloka lephephe tshimong ya morara, jwaloka motlotlwane tshimong ya mahapu, le jwaloka motse o etseditsweng thibella. Hoja Morena wa mabotho a se ka re siela mahlatsipa, re ka be re ile ra ba jwaloka Sodoma, re ka be re ile ra tshwana le Gomora! Lona baahi ba Sodoma, mamelang polelo tsa Morena! Lona tjhaba sa Gomora, mamelang molao wa Modimo wa rona! Morena o re: “Molemo wa mahlabelo a lona ho nna ke ofe, mahlabelo a lona a mangatangata? Ke tennwe ke nyehelo tsa lona tsa setjheso, ke tennwe ke mafura a dipheleu le a phoofolo tse nontshitsweng; ha ke thabele madi a dipohwana, le a dikonyana le diphooko. Ha le tlilo itlhahisa kapele ho nna, ke mang ya le kopileng ho tla hatakela mabala a ka? Kgaotsang ho ntlisetsa nyehelo tse se nang thuso; mekubetso ya lona ke manyala ho nna, mekete ya ho thwasa ha kgwedi le ya Disabatha, le phutheho tse halalelang tseo le di memang, tsena ke bokgopo, nke ke ka di mamella. Mekete ya lona ya ho thwasa ha kgwedi, le mekete ya lona e kgethehileng, moya wa ka o e hloile, ho nna e fetohile mejaro, ke kgathetse ke ho e sikara. Ha le phahamisa matsoho ho ipiletsa ho nna, ke tla ipata sefahleho; leha le ka etsa dithapelo tse ngata, nke ke be ka le mamela, matsoho a lona a kganathetse madi. Itlhatsweng, le itlhwekise, tlosang ketso tsa lona tse kgopo mahlong a ka, le kgaotse ho etsa bokgopo. Ithuteng ho etsa tse lokileng, le ipatlele le yona toka, kgalemelang mohatelli, le ahlolele kgutsana hantle, nyewe ya mohlolohadi le yona le e emele. “Tloong re lokise ditaba,” ho rialo Morena. “Leha dibe tsa lona di ka ba kgubedu, di tla sweufala jwaloka lehlwa; leha di ka ba kgubedu tlere! di tla sweufala jwaloka boya. Haeba le rata, le bile le mamela, le tla ja menono ya fatshe lena; haeba le ikganela, le bile le mphetohela, le tla bolawa ka sabole,” ho rialo Morena. Motse o tshepahalang o fetohile seotswa se jwang! Pele o ne o tletse toka, ho loka ho ahile hara wona, empa jwale o tletse babolai. Silefera ya wona e fetohile manya, veine ya wona e hlapolotswe ka metsi. Babusi ba wona ke mahlabaphiyo, ba fetohile metswalle ya mashodu, kaofela ha bona ba rata tjotjo, kaofela ha bona ba labalabela dimpho. Ha ba ahlolele kgutsana hantle, nyewe ya mohlolohadi le yona ha ba e emele. Ka baka lena, Morena, Morena mabotho, Ya Matla wa Iseraele o re: “Kgalefo ya ka ke tla e hlatsa, ke e hlatsetse hodima dira tsa ka, ke iphetetse ho ba ntwantshang. Letsoho la ka le tla o lwantsha, ke o hlatswisise manya a hao, ke fedise ho se hlweke ha hao. Ke tla o kgutlisetsa baahlodi ba kang ba pele, le baeletsi ba kang ba mehleng ya kgale; kamorao ho tseo o tla bitswa motse wa toka, o bitswe motse o tshepahalang. “Toka e tla pholosa Sione, ba bakang ba pholoswe ke ho loka. Mahlabaphiyo le baetsadibe ba tla ripitlwa, ba furaletseng Morena ba tla timela. “Le tla hlajwa ke dihlong ke ho kgumamela fate sa eike, le swabiswe ke rapa tseo le di kgathileng. Le tla tshwana le fate sa eike, se ponang mahlaku, le be jwaloka serapa se omeletseng. Motho ya matla o tla tshwana le twala, mosebetsi wa hae o tshwane le tlhase, motho eo a tjhe le mosebetsi wa hae, ho se be ya ka timang mollo oo.” Sena ke seo Esaya, mora wa Amose, a ileng a se senolelwa mabapa le Juda le Jerusalema: Mohla matsatsi a ho qetela, thaba eo Tempele ya Morena e leng hodima yona e tla phahamela dithaba tsohle, e phahamele le maralla wohle, ditjhaba tsohle di phallele ho yona. Matjhabatjhaba a tla fihla, a re: “Tloong, re nyoloheleng Thabeng ya Morena, re nyoloheleng Tempeleng ya Modimo, Tempeleng ya Modimo wa Jakobo. O tla re ruta ditaba tsa hae, re tle re tsamaye tseleng tsa hae;” kaha molao o tla tswa Thabeng ya Sione, ntswe la Morena le tswe Jerusalema. Morena o tla ahlolela ditjhaba, a fedise ho se utlwane hara tjhaba tse ngata; sabole tsa tsona di tla di etsa mehoma, marumo a tsona di a etse disekele, tjhaba di ke ke tsa hlola di nkelana disabole, di ke ke tsa hlola di itokisetsa dintwa. Lona ba ntlo ya Jakobo tloong, a re tsamayeng seding la Morena. Morena, o lahlile tjhaba sa hao, e leng ntlo ya Jakobo, se tletse tumelo tse tswang Botjhabela, e bile ke dinohe jwaloka Bafilesita, se kgomaretse meetlo ya baditjhaba. Naha ya sona e tletse silefera le kgauta, matlotlo a tsona ha a na pheletso; naha ya sona e tletse pere tse ngata, kariki tsa sona tsa ntwa ha di na palo. Naha ya sona e tletse medimo ya bohata, se kgumamela mesebetsi ya matsoho a sona, mesebetsi e bopilweng ke menwana ya sona. Batho bohle ba tla obama, banna bohle ba ikokobetse, o se ke wa ba tshwarela, Morena. Ipateng hara mafika, le ipate le madumeleng, ka baka la ho tshaba Morena le kganya ya botlotlehi ba hae! Moikakasi o tla kokobetswa, baikgohomosi bona ba nyenyefatswe, mohlang oo ke Morena feela, ya tla phahamela tsohle. Tsatsi le teng le beilweng ke Morena wa mabotho, le beetsweng baikgantshi le baikgohomosi, le bohle ba ikakasang, hore a tla ba kokobetse; le beetswe le kedare tsa Lebanone, dikedare tse telele, tse phahameng, le dieike tsohle tsa Bashane; le dithaba tsohle tse tlhoro di telele, le maralla wohle a phahameng; le tora e nngwe le e nngwe e phahameng, le marako wohle a haheleditsweng; le dikepe tsohle tsa Tarashishe, le mesebetsi yohle e kgahlang mahlo. Boikgantsho ba motho bo tla kokobetswa, boikgohomoso ba hae bo fediswe, mohlang oo ke Morena feela ya tla phahamela tsohle; medimo ya bohata e tla fediswa yohle. Batho ba tla balehela mahaheng, ba balehele katlasa mafika, ba kene mekoting e tjhekilweng fatshe, ka baka la ho tshaba Morena le kganya ya botletlehi ba hae, ha a phahama ho tshosa lefatshe. Mohlang oo medingwana ya bohata ya silefera, le ya kgauta, eo batho ba e etseditseng ho e kgumamela, ba tla e akgella dikgwiti le bo-mmankgane. Batho ba tla balehela mahaheng, katlasa mafika le mafarung, ka baka la ho tshaba Morena, le ho tshaba kganya ya botlotlehi ba hae, ha a phahama ho tshosa lefatshe. Kgaotsa ho tshepa motho, motho ya phefumolohang feela. Hona motho e ne e le eng? Bonang Morena, Morena mabotho, o kgatheng la ho amoha Jerusalema le Juda, tsohle tseo di iphedisang ka tsona, a di amohe dijo tsohle le metsi wohle. O tla di amoha mohale le mohlabani, moahlodi le moporofeta, senohe le moholo wa setjhaba; le molaodi wa bahlabani le lehosana, moeletsi le setsebi sa mesebetsi, le ya hlalefetseng ho upella. Baokamedi ba bona e tla ba bashanyana, tlokotsebe tsa bana e be babusi ba bona. Batho bohle ba tla hatellana, motho ka mong a hatelle e mong, ba ahisaneng le bona ba hatellane. Batjha ba tla tsohela baholo ba bona matla, ba eisehang ba tsohele batlotlehi matla. Motho o tla tshwara e mong wa bana babo, a mo tshware a le lapeng labo, a re: “O na le seaparo, eba mmusi wa rona, masupi ana a ke a buswe ke wena!” Mohlang oo eo o tla meketsa, a re: “Ha nka ke ka ba pheko ya lona, lapeng ha ka ha ke na dijo le seaparo, o ke ke wa nketsa mmusi, mmusi wa tjhaba sena!” Jerusalema e kgothometsehile, Juda yona e se e putlame fatshe; Polelo le ketso tsa tsona di fetohetse Morena, di kgopisa mahlo a tlotlehang a hae. Fahleho tsa tsona di a di qosa, di ipoletse sebe sa tsona jwaloka Sodoma, le ho se pata di sitwa ho se pata. Di madimabe hakaakang! Koduwa ena di imemetse yona! Tsebisa ba lokileng hore tsohle di tla loka, ba tla ja ditholwana tsa mesebetsi ya bona. Ho madimabe ba kgopo, hobane koduwa e tla ba wela hodimo, ba putswe ho ya ka mesebetsi ya bona. Batjha ba hatella tjhaba sa ka, basadi ke bona babusi ba sona; tjhaba sa ka, badisa ba lona ba a le kgelosa, ba le faposa tseleng ya lona. Morena o a ema, o bolela qoso ya hae, o a ema, o ahlola ditjhaba. Morena o qosa baholo ba tjhaba sa hae, o qosa le babusi ba sona, o re: “Tshimo ya ka ya morara e lobetswe ke lona, matlo a lona a tletse tse amohilweng mafutsana. Ke ka baka lang ha le hatakela setjhaba sa ka, mafutsana le wona le a tlatlapa?” ho rialo Morena, Morena mabotho. Morena o re: “Basadi ba Sione ba a ikgohomosa, ba tsamaya melala ba e thamotse, ka mahlo a bona ba ntse ba bonya, ba rwanyaketsa, ba hatela haufi, maqaqailana a bona a lla masekana. Kahoo Morena o tla kgophosa hlooho tsa bona, hlooho tsa bona a di phumole mafatla.” Mohla tsatsi leo, Morena o tla ba amoha mekgabiso: mefitshane le meqhaka le difaha tsa molala; masale, dipetja le wona masira; le dikola, le dithoto, le dinyepa, le dibotlolo tsa ditlolo, le dithatho; le masale a monwana le masale a dinkong, le diaparo tse majabajaba, le ditipe, le mekotlana; le diipone, le diaparo tsa lene, le dituku, le ditjale. Bakeng sa monko o monate ho tla nkga phu! Bakeng sa senyepa e be lerapo, bakeng sa moriri o lohilweng ba phumohe mafatla, bakeng sa aparo tse ntle e be tse mahwashe, bakeng sa fahleho tse borethe e be tse mabadi. Bana ba lona ba tla bolawa ka sabole, e leng bona bahale ba lona ntweng. Menyako ya Sione e tla lla, e bokolle, Sione e rapalle fatshe, e fetohe lesupi. Matsatsing ao basadi ba supileng ba tla tshwara monna a le mong, ba re ho yena: “Re tla iphepa, re ikapese, ha feela re ka bitswa ka wena, e le hore sekgobo sa hore ha re a nyalwa se tle se tlohe.” Mehleng eo Lehlomela la Morena le tla atleha le tlokome. Setjhaba sohle sa Iseraele se ileng sa phonyoha se tla thabela dijalo tse behwang ke naha. Masalla a ileng a sala Sione, le a ileng a sala Jerusalema, ho tla thwe a a halalela; ke ho re bohle ba ngotsweng, e leng ba phelang Jerusalema. Morena o tla hlwekisa baahi ba Sione. Ka matla a moya wa hae o kang mollo, Morena o tla ahlola setjhaba, mme a se hlwekise, a hlakole molato wa Jerusalema le madi a tsholotsweng teng. Thaba ya Sione mmoho le ba phuthehelang ho yona, motsheare Morena o tla e sireletsa ka leru le ka mosi, bosiu a e bonesetse ka kganare ya mollo, bohle ba sireletswe ke tlotla ya hae. Tlotla eo ya hae e tla sireletsa motse motjhesong wa letsatsi, e be motse oo ho tshabelwang ho wona mohla dipula le difefo. Moratuwa wa ka ke tla mminela sefela, Ke binele tshimo ya hae sefela, tshimo ya hae ya morara; moratuwa o ne a ena le tshimo rallaneng le mobu o motle. A e kgatha, a hleka majwe ho yona, ho yona a lema morara o motlemotle, a haha kalana bohareng ba yona, a ba a e tjhekela setlhotlelo, a lebella hore e behe morara o monate, empa ya beha morara wa hlahlaane. “Lona banna ba Jerusalema le banna ba Juda, a ke le ahlole pakeng tsa ka, le tshimo ya ka ya morara. Nkabe ke etseditse tshimo ya ka eng, ho feta seo ke e etseditseng sona? Ha ke ne ke lebeletse hore e behe morara o monate, ho tlile jwang hore e behe morara wa hlahlaane? Ke tla le bolella seo ke tla se etsa, ke se etse tshimong ya ka ya morara: Motero wa yona ke tla o tlosa e fetohe lekgulo, mabota a yona ke a heletse, a hatakelwe ka maoto. Ke tla e tlohela e senyehe, morara o ke ke wa faolwa kapa wa lemelwa, hlabahlabane le meutlwa di tla mela ho yona, ke thibele maru a se ka e nesetsa pula.” Tshimo ya morara ya Morena wa mabotho, ke ntlo ya Iseraele, tjhaba sa Juda ke semela se mo kgahlang; Morena a batla toka, empa a e hloka, bakeng sa ho loka ya eba dillo le tshollo ya madi. Ho madimabe lona ba inkelang matlo a batho, lona ba itjellang masimo a batho, ho fihlela baka sohle e le sa lona, le phela le le inotshi naheng eo. Morena wa mabotho o nnyenyeleditse, a re: “Matlo a mangata a tla sala e le dithako, matlo a maholo, a matle, a hloke baahi. Diakere tse leshome tsa tshimo ya morara di tla beha dilethara tse robedi feela tsa veine; peo e etsang dilethara tse lekgolo le mashome a robedi e behe dilethara tse leshome le metso e robedi, tse kaalo feela tsa koro.” Ho madimabe ba tsohellang jwaleng, ka madungwadungwana, ba inwellang ho fihlela bosiu, ba tahwe ke veine. Meketeng ya bona ba letsa harepa le dikatara, ba tidinye meropa le makodilo, ba nwe veine; mosebetsi wa Morena wona ha ba o natse, tseo a di entseng tsona ha ba di bone. Ka baka leo, tjhaba sa ka se tla thopuwa hoba tjhaba sena se hloka kutlwisiso; bahlomphehi ba sona ba tla bolawa ke tlala, bongata ba sona bo tla shwa ke lenyora. Kahoo lebitla le ba lapetse, le se le ahlame, le ba emetse; kgabane tsa bona le matshwele di theohela teng, di theohela le menyaka le marata a tsona. Bohle ba tla nyenyefatswa, ba kokobetswe, baikakasi le bona ba kokobetswe. Morena wa mabotho o tla ba phahamela kahlolong, Modimo ya halalelang o tla iponahatsa, ka ho loka a iponahatse a halalela. Dinku di tla fula eka ke makgulong a tsona, dikonyana tsona di fule thakong tsa barui. Ho madimabe ba ikgulelang bokgopo, ka thapo tsa mafeela, ba ikgulelang sebe jwalokaha kariki e hulwa; ba reng: “Modimo a akofise mesebetsi ya hae re e bone, merero e atamele, merero ya Ya Halalelang wa Iseraele e atamele re tle re e tsebe.” Ho madimabe ba reng bobe ke ho loka, ho loka ke bobe, ba reng lefifi ke lesedi, lesedi ke lefifi, ba reng ho babang ho monate, ho monate ho a baba. Ho madimabe ba reng ba bohlale, bona ba iponang ba le masene. Ho madimabe ba reng ha ba hlolwe ke jwala, ba reng ba tseba haholo ho tswaka dino; ba lokollang ya molato ka baka la tjotjo, ya se nang molato yena ba mo hlokele toka. Ka baka leo, ba tla tjha sa ditlhaka di tjheswa ke mollo, ba tjhe sa matlakala a tjheswa ke malakabe, metso ya bona e tla bola, thunthung tsa bona di fefohe jwaloka lerole, hobane ba furaletse molao wa Morena mabotho, ba nyedisitse polelo tsa Ya Halalelang wa Iseraele. Ka baka leo, kgalefo ya Morena e tlokomela tjhaba sa hae, o phahamisitse tsoho la hae, o a ba otla, thaba di a reketla, topo tsa bona eka matlakala hara seterata. Leha ho le jwalo, kgalefo ya hae ha e kgaotse, tsoho la hae o ntsa le phahamisitse. O phahamiseditse tjhaba tse hole mokgele, ba pheletsong tsa lefatshe o ba bitsa ka molodi, ke bana ba etla kapele, ba potlakile! Ha ho le ya mong wa bona ya kgathalang, a kgothometsehe, ha ho leqhama le kgwehlileng thekeng, ha ho lerapo la moqathatso le kgaohileng. Metsu ya bona e ntjhotjho, diqha tsa bona di dutse di kobilwe, tlhako tsa pere tsa bona eka mahakwe, mabidi a koloi tsa bona tsa ntwa eka setsokotsane. Ho puruma ha bona ho ka ha tau, ba puruma jwaloka ditawana, ba a rora ha ba tshwara phofu ya bona, ba e hlasinye ho se ya ka e pholosang ho bona. Tsatsing leo, ba tla puruma ba e hateletse, ba purume sa lewatle le hwasa. Etlare ha motho a tadima lefatshe a bone lefifi le ditlallo, lesedi le lona le fifaditswe ke maru. Ka selemo seo kgosi Usiya a ileng a shwa ka sona, ka bona Morena a dutse teroneng e phahameng, mophetho wa seaparo sa hae o tletse Tempele. Dirafime di ne di eme kahodimo ho yena, mme serafime ka seng se ne se ena le mapheo a tsheletseng: Ka a mabedi se ikgurumeditse sefahleho, ka a mabedi se ikwahetse maoto, ka a mabedi se fofa. Di ne di howeletsana, di re: “O a halalela! O a halalela! O a halalela Morena wa mabotho, fatshe lohle le tletse tlotla ya hae!” Modumo wa lentswe la se howeletsang wa sisinya ditshiya tsa menyako, mme Tempele ya tlala mosi. Yaba ke re: “A nna elwa! Ke madimabe hakaakang! Ke timetse! Ke motho ya puo di mpe, mme ke phela hara setjhaba se dipuo di mpe. Mahlo a ka a bone Kgosi, Morena wa mabotho.” Se seng sa dirafime sa fofela ho nna, ka tsohong la sona se tshwere leshala le hlenneng, leo se le okgileng aletareng ka letlao. Sa ama molomo wa ka ka lona, sa re: “Leshala lena le amme molomo wa hao! Molato wa hao o tlositswe, mme o tshwaretswe sebe sa hao.” Yaba ke utlwa lentswe la Morena le re: “Ke tla roma mang? Ke mang ya tla ya bakeng sa rona?” Yaba ke re: “Ke nna enwa! Nthome!” A re: “Tsamaya, “o yo bolella setjhaba sena, o re: Ho utlwa le tla utlwa, empa le ke ke la utlwisisa; ho sheba le tla sheba, empa le ke ke la bona. Thotofatsa dipelo tsa batho bana, o thibe ditsebe tsa bona, o tutubatse mahlo a bona, esere mohlomong ba bona ka mahlo a bona, ba utlwa ka ditsebe tsa bona, ba utlwisisa ka dipelo tsa bona, ba sokoloha, yaba ke a ba fodisa.” Yaba ke re: “Morena, e tla ba ho fihlela neng?” Morena a araba, a re: “Ho fihlela metse e fetoha dithako, e sala e se na baahi, matlo a sala a le feela, naha e senngwa, e fetoha nahathothe; ho fihlela Morena a leleketse bohle hole, naha yona e fetohile nanaola. Leha ho ka sala a le mong ho ba leshome, le yena o tla fediswa jwaloka sefate se seholo, a fediswe jwaloka fate sa eike, seo kutu ya sona e salang ha se rengwa. Kutu ya sona ke peo e halalelang.” Mehleng ya puso ya Akase, kgosi ya Juda, eo e neng e le mora wa Jotame, le setloholo sa Usiya, bo-Resine, kgosi ya Arame, le Peka, mora wa Remaleya, kgosi ya Iseraele, ba futuhela Jerusalema, empa ba se ke ba e hlola. Ha bolellwa ba ntlo ya Davida, ha thwe: “Baarame ba se ba fihlile naheng ya ba morabe wa Efraime.” Akase le setjhaba sa hae ba tshoha haholo, ba thothomela sa difate di tsukutlwa ke moya. Morena a re ho Esaya: “Wena le mora wa hao Sheara-Jashube, tsamayang le yo kgahlanyetsa Akase. Le tla mo fumana qetellong ya mosele wa metsi a letshana le kahodimo, tseleng e yang setsheng sa Mohlatswi wa Masela. Le re ho yena: Itlhokomele, o be sebete, o se ke wa tshaba, o se ke wa nyahamiswa pelo ke dikoqonyana tseno tse pedi tse kubellang, e leng kgalefo ya Resine le ya Baarame, le ya mora wa Remaleya. Baarame le ba morabe wa Efraime, le mora wa Remaleya, ba rerile ho o timetsa, ba re: “A re futuheleng Juda, re e haraswanye, re e arolelane, re bee mora wa Tabeele hore e be kgosi ya yona.” Ka baka leo, Morena Modimo o re: “ Hona ho ke ke ha eba teng, hona ho ke ke ha etsahala, hobane Damaseka ke motsemoholo wa Arame, hlooho ya Damaseka ke Resine feela. Ho eso fete lemo tse mashome a tsheletseng a metso e mehlano, morabe wa Efraime o tla bo so senyehile, e se e se setjhaba. Motsemoholo wa Efraime ke Samaria, hlooho ya Samaria ke mora wa Remaleya feela. ha le sa dumele le ke ke la tiya. ” Morena a boela a bua ho Akase, a re: “Kopa Morena Modimo wa hao, hore a o etsetse sesupo se tswang tlasetlase, kapa hodimodimo.” Empa Akase a re: “Nke ke ka kopa letho, nke ke ka bea Morena tekong.” Yaba Esaya o re: “Mamelang lona ba ntlo ya Davida! Na ha ho a lekana ha le ntse le kgathatsa batho, ha e le moo le ntse le kgathatsa Modimo wa ka? Ka baka lena, Morena ke yena ya tla le etsetsa sesupo. Bonang, morwetsana o tla emola, a tswale mora, mme o tla mo rea lebitso la Emanuele. O tla ja lebese le mahe a dinotshi, ho fihlela a tseba ho kgesa bobe, a ikgethela ho lokileng. Empa etlare moshanyana a eso tsebe ho kgesa bobe, le ho ikgethela ho lokileng, naha ya dikgosi tsena tse pedi, tseo o di tshabang, e tla fetoha nanaola. “Wena le setjhaba sa hao, le ba ntlo ya ntatao, Morena o tla le tlisetsa nako e esong ho be teng ho tloha mohla ba morabe wa Efraime ba ikarolang ho ba morabe wa Juda. O tla tlisa kgosi ya Asiria.” Mohlang oo Morena o tla letsa molodi o bitsang dintsintsi tse tswang hole, melatswaneng ya Egepeta, le dinotshi tse tswang naheng ya Asiria. Di tla tla tsohle, di fihle di hahele dikgohlong tse tebileng, le mafarung a mafika, le hara difate tsohle tsa leoka, le hara makgulo wohle. Mohla tsatsi leo, Morena o tla beola ka lehare le adimilweng kamose wane ho Noka, e leng kgosi ya Asiria. O tla beola dihlooho tsa lona, le mohwete o meomong ya lona, a le beole le ditedu. Tsatsing leo motho o tla rua kgomo e le nngwe le dikgutshwane tse pedi, empa o tla ja lebese, hobane di tla be di sisa haholo. Bohle ba tla sala naheng eo ba tla ja lebese le mahe a dinotshi. Mohla tsatsi leo, hohle moo ho neng ho ena le difate tsa morara tse sekete, tseo theko ya tsona e leng silefera e ka etsang boima ba dikilo tse leshome le metso e mmedi le halofo, ho tla mela hlabahlabane le meutlwa. Batho ba tla tsamaya ba nkile diqha le metsu, hobane naha e tla be e kwahetswe ke hlabahlabane le meutlwa. Maralla wohle a neng a lemilwe, ho ke ke ha hlola ho uwa ho wona, ka baka la ho tshaba hlabahlabane le meutlwa, empa e tla ba moo ho kgaphelwang dikgomo teng, le moo dinku di sollang teng. Morena a re ho nna: “Nka letlapa le leholo, o ngole hodima lona ka thlaku tse hlakileng: Potlakela kgapo! Potlakela lelobelo! ” Yaba ke bitsa dipaki tse tshepahalang, e leng moprista Uriya le Sekariya, mora wa Jerebekiya, ho tla mpakela. Ka kena dikobong tsa mosadi wa ka, a emola, a tswala mora. Yaba Morena o re ho nna: “Mo ree lebitso la Potlakela kgapo! Potlakela lelobelo! Etlare moshanyana enwa a eso tsebe ho re ntate kapa mme, maruo a Damaseka le kgapo ya Samaria di nkwe ke kgosi ya Asiria.” Morena a boela a bua ho nna, a re: “Kaha tjhaba sena se se se nyatsitse metsi a Shilowa a phallang a kgutsitse, se thabela Resine le mora Remaleya, ka baka lena, Morena o tla se tlisetsa kgoholedi e kgolo, e matla, ya Noka, kgosi ya Asiria le mabotho wohle a yona. Noka e tla thibela melatswana wa yona, metsi a phutsalle hodima mabopo a yona. Metsi a tla feta hara naha ya Juda, a phutsalle, a aparele hohle, a kokomohe, a fihle molaleng. Noka e tla thathalatsa mapheo a yona, a kwahele naha ya hao ka bophara ba yona, wena Emanuele!” Hlabang mokgosi, lona matjhaba, le tla robokelwa! Mamelang, lona ba naha tse hole! Hlomellang ntwa, le tswe le robokelwa! Hlomellang ntwa, le tswe le robokelwa! Le ka rala merero ya lona, empa e tla nyopa; le ka bua haholo, ho ke ke ha phethahala letho, hobane Modimo o na le rona. Morena a bua le nna letsoho la hae le matla le le hodima ka, a nkeletsa hore ke se ke ka latela mekgwa ya setjhaba sena, mme a re: “Sohle seo tjhaba sena se reng ke bohlabaphiyo, wena se ka re ke bohlabaphiyo; se ka tshaba se tshajwang ke tjhaba sena, o se ka tshoswa ke se se tshosang. Hopola hore Morena wa mabotho o a halalela, e be yena eo o mo tshabang, e be yena eo o mo tshohang. Ke yena eo e tla ba sehalalelo; empa ho matlo a mabedi a Iseraele, ke yena lejwe le tla ba kgopa, ke yena lefika le tla ba thula, ho baahi ba Jerusalema e be sefi, e be leraba. Ba bangata ba bona ba tla kgothometseha, ba bangata ba bona ba we, ba robehe, ba bangata ba bona ba wele lerabeng, ba tshwaswe.” Molaetsa ona wa ka le o boloke, thuto ya ka e manehwe dipelong, pelong tsa barutuwa ba ka. Ha e le nna ke tshepile Morena, yena ya patileng sefahleho sa hae, a se patela ntlo ya Jakobo; ke yena eo ke tla mo lebella. Ke nna enwa le bana bao Morena a nneileng bona. Naheng ya Iseraele re dipontsho le ditshupo tse tswang ho Morena wa mabotho, ya ahileng Thabeng ya Sione. Ha batho ba re le yo botsa ho ba buisanang le bafu le ho baloi ba hweshetsang, ba beraberang, na batho ha ba tshwanele ho botsa Modimo wa bona, ho ena le hore ba phelang ba botse bafu? Hlahlobang molao le bopaki ba ka! Haeba ba sa bue ho ya ka dipolelo tsena, ke hobane ha ho na lesedi le ba tjhabelang. Batho ba tla lelera lefatsheng ba tsielehile, ba lapile, mme etlare ha ba lapile ba pote, ba tadime hodimo, ba rohake kgosi ya bona le Modimo wa bona. Jwale ba tla tadima fatshe, ba bone ditsietsi le lefifi, lefifi le hlomolang, mme ba akgelwe lefifing. Ha ho sa tla ba le lefifi ho ba neng ba le maswabing. Naha ya ba morabe wa Sebulone le ya ba morabe wa Nafthali e ile ya kokobetswa, empa ka nako e tlang, Morena o tla tlotla Galelea ya baditjhaba, e leng karolo e pela lewatle, e ikgohlileng ka Jorodane. Setjhaba se neng se phela lefifing, se bone lesedi le leholo; se neng se phela lefifing le letsholetsho, jwale se tjhabetswe ke lesedi. O atisitse setjhaba, thabo ya sona wa e eketsa, sa thaba pontsheng ya hao, jwalokaha batho ba thabela kotulo, ba thabela ho arolelana kgapo. Joko e neng e se imela, le molamu o neng o le mahetleng a sona, le thupa ya mohlorisi wa sona, tsena o di robile sa mohla o hlolang Bamede. Seeta sa mohlabani ka mong, seaparo ka seng se sudubantsweng mading, tsena di tla akgelwa mollong, di tjheswe. Rona re tswaletswe Ngwana, rona re filwe Mora, puso e tla ba mahetleng a hae, o tla bitswa Radimakatso le Moeletsi, Modimo ya matla, Rabosafeleng, Kgosana ya Kgotso. O tla hodisa mmuso wa hae, o be le kgotso e sa feleng; o tla busa a le teroneng ya Davida, a okamele mmuso wa hae, a o tsitsise, a o tshehetse ka toka le ka ho loka kamehla le mehla. Tjheseho ya Morena mabotho e tla phethahatsa hona. Morena o rometse molaetsa, a o romela ho Jakobo, molaetsa oo o tobile tjhaba sa Iseraele. Tjhaba sohle se tla o tseba, ba morabe wa Efraime le baahi ba Samaria, bona ba buang ka boikgantsho, le ka boikgohomoso, ba re: “Lerako la ditene le helehile, re tla le tsosa ka majwe a betlilweng; fate tsa feiye di se di remilwe, bakeng sa tsona re tla lema dikedare.” Morena o matlafaditse dira tsa Resine ho mo lwantsha, a di hlohleletsa hore di mo tsohele matla. Baarame ba tswang botjhabela, le Bafilesita ba tswang bophirimela, ba kwentse Baiseraele bokwiditane: Leha ho le jwalo kgalefo ya hae ha e a kokobela, tsoho la hae o ntsa le phahamisitse. Tjhaba ha se a kgutlela ho ya se otlileng, leha e le ho batla Morena wa mabotho. Ka tsatsi le le leng Morena o tla kgaola, a kgaole hlooho ya Iseraele le mohatla wa yona, a kgaole lekala, a kgaole le lehlaka. Baholo le bahlomphehi ke yona hlooho, moporofeta wa bohata ke wona mohatla. Baetapele ba tjhaba sena ba a se kgelosa, ebe ba tsamaiswang bona ba a timela. Kahoo Morena ha a sa tla thabela batjha ba bona, dikgutsana le bahlolohadi ha a sa ba utlwela bohloko, hobane bohle ba kgopo, ke baetsadibe. Molomo wa e mong le e mong o a nyefola, leha ho le jwalo kgalefo ya hae ha e a kokobela, tsoho la hae o ntsa le phahamisitse. Ruri bokgopo bo tuka sa mollo, bo tjhesa hlabahlabane le meutlwa, bo hotetsa le meru e teteaneng, mosi o foqohe, o lebe hodimo. Kgalefo ya Morena wa mabotho e tjhesa lefatshe, tjhaba e be dibeso tse fepelang mollo; ha ho ya tla qenehela ngwanabo. Ba ja tse ka tsohong le letona, empa ha ba ke be ba kgore, ba je tse ka ho le letshehadi, le teng ba se ke be ba kgotsofale, motho ka mong a je nama ya tsoho la hae. Ba morabe wa Manase ba tla ja ba wa Efraime, ba Efraime ba je ba morabe wa Manase, bobedi ba merabe ena bo je morabe wa Juda; leha ho le jwalo kgalefo ya hae ha e a kokobela, tsoho la hae o ntsa le phahamisitse. Ho madimabe ba etsang melao e sa lokang, le bangodi ba ngolang melao e hatellang, hore ba amohe mafutsana tokelo tsa wona, ba hateletsweng ba ba hlokise toka, ba ikgapele ntho tsa bahlolohadi, ba tlatlape le tsona dikgutsana. Le tla etsang mohla tsatsi la kahlolo, le la timelo e tla tla e etswa hole? Thuso le tla ya e kopa ho mang? Maruo a lona le a siye hokae? Ruri le tla borabora hara batshwaruwa, kapa le wele hara babolauwa; leha ho le jwalo kgalefo ya hae ha e a kokobela, tsoho la hae o ntsa le phahamisitse. O madimabe wena Asiria, o leng molamu wa kgalefo ya ka! Kotjane ya kgalefo ya ka e tsohong la hao! Ke tla mo romela tjhabeng sa baetsadibe, ke mo romele tjhabeng se nkgalefisang; ke tla mo laela hore a hape kgapo, ke mo laele hore a lobele lebobelo, le ho ba hatakela sa seretse sa diterata. Empa hona hase hoo a ho rerang, le ka pelong ya hae ha a ho nahane, hoba sepheo sa hae ke ho timetsa, ke ho fedisa ditjhaba tse ngata. Yena o re: “Na balaodi ba ka bohle hase dikgosi? Na Kalene ha e tshwane le Karakemishe? Na Hamate ha e tshwane le Arepade? Na Samaria ha e tshwane le Damaseka? Jwalokaha ke hapile mebuso ya medimo ya bohata, eo tshwantsho tsa yona di fetang, tsa Jerusalema le Samaria, Jerusalema le medimo ya yona ya ditshwantsho ke tla e etsa sa Samaria, le medimo ya yona ya ditshwantsho.” Etlare ha Morena a qetile mosebetsi wohle wa hae Thabeng ya Sione le Jerusalema, a otle kgosi ya Asiria ka baka la boikgohomoso ba pelo ya yona, le ka baka la ho inkela hodimo ha yona, hobane kgosi eo e re: “Hona ke ho entse ka matla a matsoho a ka, le ka bohlale ba ka, hobane ke na le kutlwisiso; ke ile ka suthisa meedi ya ditjhaba, ka hapa le matlotlo a tsona; jwaloka ya matla ka kokobetsa baahi ba tsona. Tsoho la ka le fumane matlotlo a ditjhaba, la a fumana sa hlaha sa nonyana, ka bokella naha tsohle mmoho, sa mahe a setse lepalapaleng, ha se be le e nngwe e sisinyehang, kapa e ahlamisang molomo ho hlaba mokgosi.” Na selepe se ka ithorisetsa, ya rathang ka sona, kapa yona sakga ya ithorisetsa, ya sakgang ka yona? Na molamu o ka nonya ya o phahamisang, kapa kotjane ya tsokotsa motho e se lehong? Ka baka leo, Morena, Morena wa mabotho, o tla etsa hore kwankwetla tsa kgosi di tsete, bakeng sa tlotla ya yona ho hotetswe mollo o tukang malakabe. Sedi la Iseraele le tla fetoha mollo, Ya Halalelang wa hae a fetohe lelakabe le tla tjhesa meutlwa le hlabahlabane, le di tjhese ka tsatsi le le leng. Mokgabo wa meru ya yona le wa masimo a nonneng, Morena o tla o timetsa ho hang ka malakabe, sa ha mokudi a fella dikobong. Fate tsa meru ya yona di tla sala di le mmalwana, hoo le ngwana a ka tsebang ho di bala. Mohla tsatsi leo, masalla a Iseraele, ba ntlo ya Jakobo ba ileng ba phonyoha, ha a sa tla hlola a tshepa ya ile a a otla, empa a tla tshepa Morena ka nnete, yena Ya Halalelang wa Iseraele. Masalla a tla boela a kgutla, masalla a Jakobo a kgutlele ho Modimo ya matla. Leha tjhaba sa hao, wena Iseraele, se ka hlabathe la lewatle, ke masalla feela a tla boela a kgutla. Morena o se a laotse timetso, e tla se wela hodimo e le ka toka. Morena, Morena wa mabotho, o tla phethahatsa timetso e laoletsweng naha yohle. Ka baka leo, Morena, Morena wa mabotho, o re: “Lona tjhaba sa ka se phelang Sione, le se ke la tshaba Baasiria, bona ba le otlang ka molamu, ba le phahamisetsang koto jwalokaha Egepeta e ile ya etsa. Haufinyane ho le halefela ha ka ho tla fela, kgalefo ya ka e tobane le ho timetswa ha bona.” Morena wa mabotho o tla ba hweba ka phafa, jwaloka mohla a otlang Bamediane fikeng la Orebe. Molamu wa hae o tla o phahamisa hodima lewatle, jwalokaha a na o phahamise hodima Egepeta. Mohla tsatsi leo, o tla hlohlollwa mojaro wa bona, joko ya bona e tloswe molaleng wa hao. Sera se hapile Aiata, sa pholletsa hara Migerone, sa boloka thoto ya sona Mikemase. Ha se etswa lekgalong sa re: “Bosiung bona ke tla ya emisa Gobe.” Rama e tetemisa dirope, e a thothomela, Gibea ya Saule yona e a baleha. Bokolla, wena moradi wa Galeme! Thea tsebe le wena Laesha! Wena Anatote o madimabe! Baahi ba Madamene ba a baleha; baahi ba Gebime ba batla setshabelo. Ka tsatsi lena ba tla emisa Nobe, ba supe moradi wa Sione ka setebele, mane leralleng la Jerusalema. Bonang Morena, Morena wa mabotho, o tla roba makala ao ka matla a hae a maholo, makala a malelele a tla rengwa, a phahameng wona a tla kgethulwa. Meru e teteaneng o tla e rema ka selepe, fate tsa Lebanone di wele kapele ho Ya Matla wohle. Lehlomela le tla hloma, le hlome kutung ya Jese, kala le tswang mothapong wa hae le behe ditholwana. Moya wa Morena o tla ba ho yena, Moya wa bohlale le Moya wa kutlwisiso, Moya wa boeletsi le Moya o matla, Moya wa tsebo le Moya wa ho tshaba Morena; yena o tla thabela ho tshaba Morena. Ha a ka ke a ahlola ho ya ka tshobotsi, kapa a etsa qeto ho ya ka tsa bo-fuufu; empa mafutsana o tla a ahlolela ka toka, ba ikokobeditseng ba naha ena a ba sebeletse ka toka, polelo tsa hae e be thupa e otlang naha ena, kahlolo tsa hae di timetse ba kgopo. Ho loka e tla ba leqhama la hae, nnete e be senyepa thekeng la hae. Phiri e tla phela le konyana, lengau lona le bothe, le bothe le potsanyane, namane le tawana le sethojana di hole mmoho, ngwana wa lesea a di etelle pele. Kgomo e tla fula le bere, manamane a tsona a bothe mmoho, tau e fule jwang jwaloka pholo. Lesea le tla ipapalla pela mokoti wa masumo, ngwana a kenye letsoho mokoting wa qowane. Di ke ke tsa senya kapa tsa ntsha kotsi, hohle Thabeng ya ka e halalelang, hobane fatshe le tla be le tletse tsebo ya Morena, jwalokaha lewatle le tletse metsi. Mohlang oo, setlohololo sa Jese se tla ema e le mokgele wa ditjhaba; ditjhaba tsohle di tla se batla, sebaka seo se tla phomola ho sona se tla tlotleha. Tsatsing leo Morena o tla otlolla letsoho la hae kgetlo la bobedi, ho lopolla masalla a setjhaba sa hae a Asiria le a Egepeta, a Patarose le a Kushe, a Elame le a Shinare, a Hamate le a ahileng dihlekehlekeng. O tla emisetsa ditjhaba mokgele, a phuthe Baiseraele ba lelekilweng naheng ya bona; a bokelle setjhaba sa Juda se qhalantsweng, a se bokelle hohle qoleng tse nne tsa lefatshe. Mona wa ba Efraime o tla fela, dira tsa ba morabe wa Juda di timetswe, ba Efraime ba ke ke ba honohela ba Juda, le ba Juda ba ke ke ba tshwenya ba Efraime. Ka bophirimela ba tla ubella Filesitiya, ba kopanele tjhaba tsa botjhabela ba di senyetse, ba hape Baedomo le Bamoabe, Baamone bona ba buswe ke bona. Morena o tla pshesa kou ya watle la Egepeta, tsoho la hae le fokise moya o tjhesang hodima Noka, Noka eo a e arole melatswana e supileng, batho ba e tshele ba ntse ba rwetse meqathatso. Masalla a tjhaba sa hae a tswang Asiria, a tla tsamaya mmileng o phatlaletseng, jwaloka mohla Baiseraele ba tswang Egepeta. Mohla tsatsi leo, o tla re: “Oho, Morena, ke tla o boka, le hoja o ne o nkgalefetse; kgalefo ya hao e kgaoditse, wena o fela o ntshedisitse. Modimo ke mopholosi wa ka, ke tla mo tshepa, mme ke se ke ka tshaba; Morena ke matla a ka, ke pina ya ka, Morena o fetohile mopholosi wa ka.” Le tla ikgella metsi le thabile, le a kge didibeng tsa pholoho. Mohla tsatsi leo, le tla re: “Lebohang Morena, le mo rapele, phatlalatsang mesebetsi ya hae hara ditjhaba, le bolele hore bitso la hae le leholo. Binelang Morena, hobane o entse tse tlotlehang, tsena le di tsebise lefatshe lohle. Howeletsang haholo, le didietse ka thabo, le bine lona baahi ba Sione. Ya Halalelang wa Iseraele o moholo hara lona.” Bona ke boporofeta boo Esaya, mora wa Amose, a neng a bo senolelwe mabapa le Babilona: Phahamisang mokgele hodima thaba e phollatsi, ba howeletseng, le ba hwehle ka letsoho, e le hore ba kene kgorong tsa mahosana. Mokgetho wa bahlabani ba ka ke se ke o laetse, bahale ba ka ke ba bitsitse, ho phethahatsa kgalefo ya ka, bona ba thabelang ho hlola ha ka. Ho utlwahala modumo wa letshwele hara dithaba, modumo o kang wa sekgakgathahadi sa batho! Ho utlwahala modumo wa mebuso, lereberebe la mebuso ya ditjhaba di phuthehile! Morena wa mabotho o kgobokanya mabotho a ntwa! A tswa naheng e hole, pheletsong tsa lehodimo, Morena o tla ka dihlomo tsa kgalefo ya hae, hore fatshe lohle a tle a le timetse. Bokollang, tsatsi la Morena le se le le haufi! Le tla e le la timetso, le etswa ho Ya Matla wohle! Ka baka leo, matsoho wohle a tla tepella, batho bohle ba fellwe ke tshepo. Ba tla kenelwa ke tshabo, mahlaba le bohloko di tla ba menya; ba tla meneka sa mosadi a kena tlung, motho a shebane le wa habo ka ho makala, fahleho tsa bona di fubele, di fubele sa malakabe. Bonang, tsatsi la Morena ke lena le a tla! Le tla ka sehloho le ka kgalefo, ka bohale bo tlokomang, le tla ho fetola lefatshe e be nanaola; ka tsatsi leo baetsadibe o tla ba timetsa. Naledi tsa lehodimo le Makolobe a tsona, kganya ya tsona e ke ke ya bonahala, tsatsi le tla fifala ha le tjhaba, kganya ya kgwedi le yona e be siyo. Lefatshe ke tla le otla, ke le otlele bokgopo ba lona, ba kgopo le bona ke ba otle, ke ba otlele dibe tsa bona, boikakaso ba ba itjang ke bo fedise, boikgohomoso ba bompodi ke bo kokobetse. Ke tla etsa hore motho a hlokehe, sa kgauta e hlwekisitswe, a hlokehe sa kgauta ya Ofire. Ke tla etsa hore mahodimo a thothomele, fatshe le be le suthe madulong a lona, tsena di tla bakwa ke kgalefo ya Morena wa mabotho, mohla tsatsi la bohale bo tlokomang ba hae. Jwaloka kgama e balehang setsomi, jwaloka dinku tse hlokang modisa, motho ka mong o tla kgutlela tjhabeng sa habo, motho ka mong a balehele naheng ya habo. Bohle ba tla thopuwa ba tla phehletswa ka lerumo, bohle ba tla tshwarwa ba bolawe ka sabole. Bana ba bona ba tla thuakwa ba ntse ba ba bona, matlo a bona a lobelwe, basadi ba bona ba betwe. Ke tla hlohleletsa Bamede ba ba tsohele matla, Bamede ba sa tsotelleng bohlokwa ba silefera, bona bao kgauta e ke keng ya ba hohela. Diqha di tla roboka batjha, ba fetohe ditsekana, baimana bona ba ba hlokele mohau, leha e le hona ho utlwela bana bohloko. Wena Babilona, tlotla ya mebuso, mokgabo oo Bakalatiya ba leng motlotlo ka wona, Modimo o tla o timetsa sa Sodoma le Gomora! O ke ke wa hlola o eba le baahi, o tla ba hloka ka meloko le meloko, ha ho Moarabia ya tla hloma tente ya hae moo, le badisa ba ke ke ba etsa metebo ya bona moo. Batana tsa lehwatata di tla botha moo, diphooko le tsona di hahele teng, ebe moo dimpshe di phelang teng, dithotsela di tlolake teng, di tlolake di nyakaletse. Mafiritshwane a tla ngaya ka qhobosheaneng tsa hao, phokojwe di ngaye ka matlung a hao a bokgosi. Nako ya timelo ya Babilona e atametse, matsatsi a yona a ke ke a lelefatswa. Morena o tla hauhela Jakobo, a boele a ikgethele Baiseraele, a ba ahise naheng ya bona; baditjhaba ba tla aha le bona, ba kgomarele ntlo ya Jakobo. Tjhaba di tla felehetsa Baiseraele, di ba felehetse ho ya naheng ya bona; Baiseraele ba tla okamela ditjhaba, ba di etse bahlanka naheng ya Morena, ba di etse makgabunyane naheng ya Morena. Ba tla thopa bathopi ba bona, ba buse bahatelli ba bona. Mohla Morena a le phomoditseng ditsietsing, le moferefereng le bokgobeng bo sehloho, le tle le bine pina ena e somang kgosi ya Babilona: “Bonang kamoo mohatelli a weleng kateng! Bonang kamoo kgalefo ya hae e fedileng kateng! Morena o robile molamu wa ya kgopo, lere la puso la babusi o le robile, lona le otlileng ditjhaba ka kgalefo, le sa kgaotse, la di kokobetsa ka kgalefo le ka mabifi a sa feleng. “Fatshe lohle le phomotse, le na le kgotso, bohle ba tsanyaola dipina ka thabo. fate tsa modutu le kedare tsa Lebanone, di thabetse ho wa ha hao, di re: Ha e le mona o se o kokobeditswe, ha ho ya sa tla nyoloha, a nyolohele thabeng ho re rema. “Nqalo ya Bafu e etsa mokutu ho o kgahlanyetsa, e tsosa bafu ho o dumedisa, bohle bao e neng e le babusi lefatsheng; bohle bao e neng e le dikgosi tsa ditjhaba, e ba emisa diteroneng tsa bona. Bohle ba tla bua, ba re ho wena: Athe le wena o ntso hloka matla jwaloka rona, kajeno o so tshwana le rona! Botlotlehi ba hao bo theohetse lebitleng, bo theohetse mmoho le melodi ya katara tsa hao; tshenyane e fetohile moalo wa hao, diboko di fetohile kobo ya hao. “O theohile hakaakang lehodimong, wena Mphatlalatsane, naledi ya meso! O dihetswe lefatsheng, wena ya kileng a kokobetsa ditjhaba!” O ile wa bua ka pelo, wa re: “Ke tla nyolohela lehodimong, ke phahamise terone ya ka, ke e phahamisetse kahodimo ho dinaledi tsa Modimo, ke bee terone ya ka thabeng eo ho phuthehelwang ho yona, ke e bee tlhorong e phahameng ya thaba e ka leboya. Ke tla hlwella kahodimo ho maru, ke itekanye le Ya Phahametseng tsohle.” Empa wena o dihetswe tlase lebitleng, o dihetswe tlase botebong ba mohohlo. “Ba o bonang ba tla o makalla, ba o tadimisise hantle, ba re: Na eo ke yena monna ya ileng a sisinya lefatshe, ya neng a etsa hore mebuso e thothomele; yena monna ya ileng a fetola lefatshe nahathothe, yena ya ileng a timetsa metse ya lona, yena ya sa kang a dumella bathopuwa, ho kgutlela ha habo bona?>*** Kgosi tsa ditjhaba tsohle di phomotse, di phomotse ka hlompho ka mabitleng a tsona; empa wena o lahletswe kantle ho lebitla la hao, wa lahlelwa kantle sa lekala le nyatseha, topo tsa babolauwa di entse setha hodima hao, bona ba ileng ba bolawa ka sabole, bona ba ileng ba theolelwa mohohlong o majwe, ba theolelwa jwaloka setopo se hataketswe ka maoto. O ke ke be wa epelwa jwaloka kgosi, tsa tjhaba tse ding, hobane o sentse naha ya hao, wa bolaya tjhaba sa heno. Tloholo tsa ba kgopo ha di sa tla hopolwa. Lokisang sebaka sa ho bolaela bara ba hae, ka baka la dibe tsa bo-ntata bona, esere ba tsoha, naha ena ba e ja lefa, ba haha metse ya tlala lefatshe.” “Ke tla ema ke ba futuhele,” ho rialo Morena wa mabotho; “ke tla timetsa bitso la Babilona le masalla a yona, ke timetse bana ba yona le ditloholo tsa yona,” ho rialo Morena. “Babilona e tla ba hae, habo dinoko, e fetohe naha ya mekgwabo; ke tla e fedisa ka lefielo la timetso,” ho rialo Morena wa mabotho. Morena wa mabotho o hlapantse, a re: “Jwalokaha ke hopotse, ho tla ba jwalo; jwalokaha ke rerile, ho tla phethahala. Ke tla phetshela Baasiria naheng ya ka, dithabeng tsa ka ke ba hatakele; joko ya bona ke tla e tlosa hodima tjhaba sa ka, mojaro wa bona ke o tlose mahetleng a sona, Morero ona ke o etseditsweng lefatshe lohle, lena ke letsoho le phahamiseditsweng ditjhaba tsohle.” Morena wa mabotho o sa rerile; ebe ke mang ya ka thibelang? Letsoho la hae le se le phahame; ke mang ya ka le kgutlisang? Bona ke boporofeta bo ileng ba bolelwa ka selemo seo kgosi Akase a ileng a shwa ka sona: Se nyakalleng lona Bafiletsita bohle, la re molamu o neng o le otla o robehile, hoba lelokong la noha eo ho tla tswalwa qowane, yona e tswale kganyapa e fofang ka setsokotsane. Ba futsanehile baholo ba tla kgora, bahloki ba tla dula ba pholohile, ditloholo tsa hao tsona di shwe ke tlala, masalla a hao le wona e a bolaye. Bokolla wena monyako! Meketsa wena motse! Lona bohle ba Filesitiya thothomelang! Mosi o kang leru o foqoha o etswa leboya, hara mabotho a hae ha ho ya tla salla. Ho tla thweng ha ho arajwa maqosa a naha eo? “Morena o tsitsisitse Sione, bahlophehi ba tjhaba sa hae ba tla tshabela teng.” Bona ke boporofeta malebana le Moabe: Ka bosiu bo le bong Are e Moabe e timeditswe! Ka bosiu bo le bong Kire e Moabe e timeditswe! Batho ba Dibone ba nyolohetse tempeleng ya bona, ba nyolohetse ho ya llela dibakeng tsa bona tsa borapedi; baahi ba Moabe ba llela Nebo le Medeba, ba ikutile lekorana, ba ipeotse le ditedu. Ba tsamaya terateng tsa motse, ba apere tse mahwashe, bohle ba lla ba le hodima marulelo, le mabaleng a motse, ba itabanya fatshe ba ntse ba lla. Ba Heshebone le ba Elale ba a howeletsa, mantswe a bona a utlwahala hohle ho ya fihla Jahase; kahoo le bahlabani ba Moabe ba a howeletsa, bahlabani bohle ba a thothomela. Pelo ya ka e llela ba Moabe, baphaphathehi ba bona ba balehetse Soware, ba baleha ho ya fihla Egelate-Sheleshiya, ba nyoloha ka tsela e yang Lohite, ba nyolohela Lohite ba ntse ba lla, ba llela timelo ya bona ba le tseleng e yang Horanaime. Metsi a Nimerime a pshele, jwang bo omeletse, dimela di fedile, ha ho letho le letalana. Maruo ao ba a sebeditseng ka thata, ba a bokella, ba a kakatetse ho ya tshela Molatswana wa Meduwane. Mokgosi wa bona o hoballa, ho ya fihla meeding ya Moabe, seboko sa bona se fihla Egelaime, sello sa bona se fihle le Beere-Elime. Metsi a Dimone a tlerefetse ke madi, ke hona ke sa tla tlisa koduwa, ke e tlisetse Dimone: Baphaphathehi ba Moabe ba tla bolawa ke tau, ba tla sala teng le bona e tla ba bolaya. Thellang mmusi wa naha ka ho romela dikonyana, di romelwe di etswa Sela, mose wane ho lehwatata, di romelwe thabeng ya moradi wa Sione. Baradi ba Moabe ha ba le madibohong a Arenone, ba ka nonyana tse phuphuselang, di lelekilwe sehlaheng sa tsona. Ba re: “Re eletse, o re etsetse qeto, moriti wa hao o re sireletse motsheare, sa fifi la bosiu; pata ba lelekilweng, o se eke baphaphathethi. Eba setshabelo sa Bamoabe, Bamoabe ba lelekilweng, o ba sireletse ho ya ba timetsang.” Motlatlapi o tla kgaotsa ho tlatlapa, mosenyi yena a kgaotse ho senya, mohatelli le yena a fediswe naheng eo. Ka mohau terone e tla tsitsiswa, ya tla e dula a e dule ka botshepehi, e leng e mong wa leloko la Davida, ya tla ahlola ka toka, a thahaselle ho loka. Re utlwile hore Moabe o a ikgantsha, ho ikgantsha ha hae ke ho tlolang moedi, o a ikakasa, o a ikgantsha, o bohale, empa boithoriso ba hae ke ba lefeela. Kahoo tjhaba sa Moabe se tla itelela, bohle ba itelele ba le mmoho, ba llela dijo tse monate tsa Kire-Harese, ba lla pelo tsa bona di le bohloko. Masimong a Heshebone le a Sibema morara o ponne, o motlemotle o neng o taha babusi ba naha, morara o neng o lemilwe ho tloha Jasere, o lemilwe ho ya fihla lehwatateng, oo makala a wona a neng a thathaletse, ho ya tshela lewatle. Ke llela morara wa Sibema jwalokaha Jasere e llela wa yona, wena Heshebone le wena Elale ke le tshela ka dikgapha! Mehoo e thabelang ho butswa ha morara wa lona, le e thabelang kotulo ya lona e kgaoditse. Masimong a dikgwiti thabo le monyaka ha di sa le yo, ha ho pina kapa mehoo masimong a lona a morara, ha ho ya tlhotlelang veine tlhotlelong sa hae, hoba mehoo ya lona ke nna ya e fedisitseng. Pelo ya ka e llela Moabe sa harepa, le yona Kire-Harese e e llela jwalo. Ha Bamoabe ba nyolohela bakeng tsa bona tsa borapedi, ba nyolohela lefeela; ha ba nyolohela tempeleng ya bona ho ya rapela, le teng ha ho na thuso. Sena ke seo Morena a neng a se bue malebana le Moabe ka nako eo. Empa jwale Morena o re: “Ho eso fete dilemo tse tharo, ho ya kamoo mohlanka a di balang kateng, botlotlehi ba Moabe le ba setjhaba sa hae se sengata, bo tla nyediswa, masalla a be mmalwana, a fokole.” Bona ke boporofeta malebana le Damaseka: “Damaseka ha e sa tla hlola e eba motse, Damaseka e tla ba qubu ya masupi feela. Metse ya Arowere e tla hloka baahi, e tla fetoha metebo, mehlape e fule teng, ho se motho ya tla e tshwenya. Motse o haheleditsweng o tla ba siyo Efraime, le wona mmuso wa Damaseka o tla fela, masalla a Arame a tla fela sa tlotla ya Iseraele,” ho rialo Morena wa mabotho. “Mohla tsatsi leo, tlotla ya Jakobo e tla fifala, monono wa hae le wona o fele. Ho tla tshwana le ha mohedi a hela koro, a kotula koro ka diatla tsa hae; ho tshwane le ha motho a kgwahlapisa qwapi tsa koro, a di kgwahlapisa ka kgohlong ya Refaime. Empa tholwana tse ding tsona di tla sala, jwalokaha ho hlohlorwa sefate sa mohlwaare, ho salang tse pedi kapa tse tharo makaleng a hodimo, ho sale tse nne kapa tse hlano makaleng a behang,” ho rialo Morena, Modimo wa Iseraele. Mohla tsatsi leo, motho o tla sheba Mmopi wa hae, mahlo a motho a shebe Ya Halalelang wa Iseraele. A ke ke a sheba dialetare tse entsweng ke matsoho a hae. A ke ke a sheba tse etsedisweng tshwantsho tsa Ashera, le aletare tsa mokubetso tse entsweng ke matsoho a hae. Mohla tsatsi leo, metse ya hae ya diqhobosheane eo a e furaletseng ka baka la ho baleha bana ba Iseraele, e tla tshwana le dithako tse merung kapa tse tlhorong tsa dithaba. Naha yohle e tla sala e le nanaola. O lebetse Modimo, Mopholosi wa hao, ha o a hopola Lefika, qhobosheane ya hao, kahoo leha o ka lema difate tse ntlentle, wa lema le morara o tswang mafatsheng a mang; leha o ka mela mohla o o hlomileng, ka la hosasane wa tsoha o fupuditse, kotulo yona e ke ke ya eba teng mohla tsatsi la mafu a ke keng a phekolwa. Utlwang modumo wa matshwele a ditjhaba! A duma sa lewatle le tsudubutlana! Bonang kamoo tjhaba di kgorohang kateng! Di kgoroha sa maqhubu a phuthumana! Tjhaba di tla kgoroha sa metsi a le mangata, empa ha Modimo a di kgalema di a baleha, di fefolwa ke moya sa mmoko hodima dithaba, jwalokaha mahlokwa a fefolwa ke sefefo. Mantsiboya di bakela bohle matswalo, le eso tjhabe tsona di se di nyametse! Ena ke yona kabelo ya ba hapang tsa rona, ke yona kabelo ya ba senyang tsa rona. Jo! Naha ya kokwanyana tse bobolang, naha e mose ho dinoka tsa Kushe, e romela maqosa a etla ka lewatle, ka kepe tsa lehlaka tse sesang metsing! Eyang baromuwa ba tsebang ho potlaka, eyang tjhabeng sa batho ba balelele, ba sotseng, tjhaba se tshajwang hole le haufi, tjhaba se matla, se hatakelang, seo naha ya sona e tletsatletseng dinoka. Lona baahi bohle ba lefatshe, lona ba ahileng lefatsheng, tadimang ha mokgele o phahamiswa dithabeng, mamelang ha lenaka le lla. Morena o itse ho nna: “Ke tla tadima ke le leahong la ka, ke kgutsitse, sa ha tsatsi le tjhesa haholo, sa phoka e lalang ha ho kotulwa.” Etlare ho eso kotulwe, thunthung di se di ponne, ha tholwana tsa morara di qala ho bopeha, a kgaole mahlomela ka thipa ya ho faola, a kgaole makala a qalang ho thathalla. Bohle ba tla tlohellwa matlaka hara dithaba, ba tlohellwe le tsona batana tsa naha; hlabula matlaka a tla ja dinama tsa bona, mariha batana tsa naha di ba harole. Ka nako eo Morena wa mabotho o tla tlisetswa dimpho, ke ba balelele, ba sotseng, ba tjhaba se tshajwang hole le haufi, tjhaba se matla, se hatakelang, seo naha ya sona e tletsatletseng dinoka; mpho di tliswe Thabeng ya Sione, moo ho kgumamelwang Morena wa mabotho. Bona ke boporofeta malebana le Egepeta: Bonang Morena o tla Egepeta, o tla a kaletse leru le potlakileng, medimo ya bohata ya Egepeta e thothomela pela hae, Baegepeta le bona ba tlalwa ke tshabo. “Ke tla qabanya Moegepeta le Moegepeta, ngwanabo motho a lwantshane le ngwanabo, motho a lwantshane le ya ahisaneng le yena, motse o futuhele motse, mmuso o futuhele o mong. Baegepeta ba tla lahlehelwa ke tshepo, merero ya bona ke e nyopise. Ba tla ipiletsa ho medimo ya bohata le ho dinohe, ba ipiletse ho mathuela le ho baloi. Matsohong a mmusi ya lonya, ke tla neelana ka Baegepeta, ba buswe ke kgosi e sehloho,” ho rialo Morena, Morena wa mabotho. Metsi a ka nokeng ya Nile a tla fela, noka eo e pshe, e omelle, melapo ya yona e nkge, e re phu! melatswana ya yona le yona e pshe, e omelle. Hlaka la yona le lodi di tla pona, le dijalo tsohle tse mabopong a noka eo, le tse metseng moo e kenang lewatleng. Masimo wohle a mabopong a noka eo a tla omella, moya o fefole mobu ho sale ho se na letho. Batshwasi ba ditlhapi ba tla lla, le bohle ba akgelang dilope nokeng ya Nile, ba lle, le bona ba akgelang matlowa metsing ba tlallwe. Ba ohlang motsitla ba tla fellwa ke tshepo, balohi ba masela a lene ba tepelle; bao e leng tshiya tsa naha ba tla ripitlwa, ba sebeletsang moputso ba nyahame dipelo. Mahosana a Sowane ke dithoto, keletso tsa bahlalefi ba Faro ke tsa bothoto; ba ka rialo jwang ho Faro, ba re: “Re bara ba ba bohlale, tloholo tsa kgosi tsa boholoholo?” Jwale ba kae bahlalefi ba hao? A ba o tsebise, ba o phatlalletse seo Morena wa mabotho a se reretseng Egepeta. Mahosana a Sowane a thotofetse, mahosana a Nofe a thetsehile, bao e leng tshiya tsa setjhaba ba kgelositse Egepeta. Morena o ba kentse moya, moya wa pherekano, Egepeta e thekesela ho tsohle tseo e di etsang, jwalokaha letahwa le thelliswa ke mahlatsa a lona. Ya ka thusang Egepeta ha a yo, e ka ba hlooho kapa mohatla, kala la palema kapa lehlaka. Mohla tsatsi leo, Baegepeta e tla ka basadi. Ba tla tlakasela ke ho tshaba letsoho leo Morena wa mabotho a ba phahamiseditseng lona. Ba naha ya Juda ba tla tshosa Egepeta. E mong le e mong ha a utlwa tsa naha ya Juda o tla tshoha ka baka la seo Morena wa mabotho a se reretseng Egepeta. Mohla tsatsi leo, metseng e mehlano ya naha ya Egepeta, batho ba tla bua puo ya Bakanana, ba hlapanye ka lebitso ba Morena wa mabotho. O mong wa metse eo o tla bitswa Motse wa Timelo. Mohla tsatsi leo, kahara naha ya Egepeta ho tla ba le aletare ya Morena, mme moeding wa yona ho be le sefika sa Morena. Tsena e tla ba pontsho le bopaki ho Morena wa mabotho naheng ya Egepeta. Etlare ha ba ipiletsa ho Morena ka baka la bahatelli ba bona, a romele mopholosi ho ba sireletsa le ho ba lopolla. Morena o tla etsa hore Baegepeta ba mo tsebe, mme mohla tsatsi leo, ba tla dumela hore ke yena Morena, ba mo kgumamele ka ho mo etsetsa mahlabelo, le ka ho mo nyehella ka nyehelo ya dijo. Ba tla mo etsetsa dikano, mme ba di phethe. Morena o tla otla Baegepeta; o tla ba otla, a be a ba fodise, mme ba sokolohele ho yena. Yena o tla utlwa thapelo tsa bona, a ba fodise. Mohlang oo, ho tla ba le mmila o tswang Egepeta, o yang Asiria. Moasiria o tla ya Egepeta, Moegepeta a ye Asiria, mme Baegepeta ba rapele hammoho le Baasiria. Mohlang oo, Iseraele e tla ba ya boraro kamora Egepeta le Asiria, mme lefatshe lohle le tla hlohonolofala ka baka la yona. Morena wa mabotho o tla di hlonolofatsa, a re: “Setjhaba sa ka sa Egepeta se ke se hlohonolofale, le Asiria e leng mosebetsi wa matsoho a ka, le Iseraele eo e leng lefa la ka.” Ka selemo seo molaodi e moholo a neng a tle Ashedode ka sona, a romilwe ke Saregone, kgosi ya Asiria, molaodi eo a futuhela Ashedode, mme a e hapa. Ka yona nako eo Morena a bua ho Esaya, mora wa Amose, a re ho yena: “Hlobola lesela le mahwashe leo o le apereng, o role le meqathatso maotong a hao.” Esaya a etsa jwalo, a tsamaya a hlobotse, a sa rwala letho maotong. Yaba Morena o re: “Jwalokaha Esaya, mohlanka wa ka, a ile a tsamaya ka dilemo tse tharo a hlobotse, a sa rwala letho maotong, hoo e le pontsho le sesupo se etsetswang Egepeta le Kushe; ka mokgwa o jwalo kgosi ya Asiria e tla thopa batho ba Egepeta le ba Kushe, bana le maqheku, e ba thope ba hlobotse, ba sa rwala letho maotong, dibono di le kantle, e le ho hlabisa Baegepeta dihlong. Ba neng ba tshepile Kushe, mme ba ithorisa ka Egepeta ba tla tshaba, ba hlajwe ke dihlong. Mohlang oo, setjhaba se ahileng lebopong lena, se tla re: Bonang se hlahetseng bao re neng re ba tshepile, bao re bileng ra phallela ho bona ho ya kopa thuso, hore re namolelwe matsohong a kgosi ya Asiria! Jwale rona re ka phonyoha jwang? ” Bona ke boporofeta malebana le lehwatata le pela Lewatle: Jwaloka ditsokotsane tse ferellang naheng ya Borwa, ya futuhang o tla hlaha a etswa lehwatateng, a hlahe a etswa naheng, naheng ya matshabeho. Ke bontshitswe pono e tshosang: Moeki o a eka, motimetsi o a timetsa. Futuha wena Elame! Thibella wena Media! Matshabeho wohle ke tla a fedisa! Theka la ka le opa habohloko, ke tshwerwe ke mahlaba sa mosadi a kena tlung, ke kotlobane hoo ke sitwang ho utlwa, ke tshohile hoo ke sitwang ho bona. Pelo ya ka e a uba, ke thothomela ke tshabo, shwalane eo ke e hlolohetsweng e nkenyeditse letswalo. Dijo di se di lokile, meseme e se e adilwe, ho a jewa, ho bile ho a nowa. Emang lona mahosana, thebe tsa lona le di tlotse ka ole. Morena o itse ho nna: “Tsamaya o yo bea sebohodi, se tle se behe seo se se bonang. Ha se bona bapalami ba dipere ka bobedi, se bona bapalami ba ditonki le ba dikamele, se ke se be sedi, se be sedi haholo.” Sebohodi sa hlaba mokgosi, sa re: “Monga ka, ke qeta letsatsi ke eme hodima tora, masiu a ntshella ke ntse ke lebetse.” Bonang, ho tla bapalami ba dipere ka bobedi! Sebohodi sa boela sa bua, sa re: “Babilona e wele! Babilona e wele! Tshwantsho tsa medimo ya bohata, medimo e betlilweng, di bjaramane, di hasantswe fatshe!” Oho, tjhaba sa ka se ripitlilweng seotlong, jwaloka koro, ke le bolella seo ke se utlwileng, ke se utlwa ho Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele. Bona ke boporofeta malebana le Duma: Ke howeletswa ke motho a le Seire, o re: “Sebohodi, ekaba bosiu bo tla sa neng? Sebohodi, ekaba bosiu bo tla sa neng?” Sebohodi sa araba, sa re: “Tsatsi le tla tjhaba, ho boele ho phirime. Ha le rata ho botsa, botsang! Le boele le kgutle le tlo botsa hape!” Bona ke boporofeta malebana le Arabia: Lona mekoloko ya batsamai, batsamai ba Badedane, robaletsang matswatlareng a Arabia. Lona baahi ba naha ya Tema, tlisang metsi ho ba nyorilweng; tlisang dijo ho baphaphathehi. Ba balehile sabole e ntshitswe selateng, ba baleha diqha le malakabe a ntwa. Morena o buile tjena ho nna: “Etlare ho eso fete selemo, ho ya kamoo mohlanka a balang dilemo kateng, botlotlehi ba Kedare bo be bo fedile. Masalla a bo-rametsu, e leng bahale ba Kedare, a tla ba mmalwana.” Morena Modimo wa Iseraele, o boletse jwalo. Bona ke boporofeta malebana le Kgohlo ya Pono: Ebe jwale molato ke ofe ha e le moo le hlweletse hodima matlo? Wena motse o tletseng meferefere! Motse wa lerata le medidietsane! Babolauwa ba hao ha ba a bolawa ka sabole, babolauwa ba hao ha ba a shwela ntweng. Babusi ba hao bohle ba balehile mmoho, ba thopilwe ba eso fule ka diqha. Bohle ba fumanweng kahare ho wena ba tshwerwe mmoho, le hoja ba ne ba balehetse hole. Ka baka leo, ke ile ka re: “Se keng la ntjheba, ke lle sa mmokotsane; se ikgathatseng ka ho ntshedisa, ha moradi wa tjhaba sa heso a timeditswe.” Tsatsi lena ke la mekutu, la ho hatakelwa, le la tshabo, tsatsi le laotsweng ke Morena, Modimo wa mabotho, ka Kgohlong ya Pono, rata la ho heletswa ha marako le tla utlwahala kwana mahaheng. Elame ya jara sehlajwe sa metsu, ya futuha le ka bapalami ba dipere, Kire yona ya ntsha thebe ya yona. Kgohlo tsa hae tse ntle di tletse kariki tsa ntwa, bapalami bona ba teile theko kgorong ya motse, qhobosheane tsa Juda tsona di heleditswe. Tsatsing leo la hlahloba hlomo di le ka Tlung ya Moru, la bona bongata ba kgeo tsa lerako la Motse wa Davida, la thiba metsi a Letshana le Katlase. Matlo a Jerusalema le a badile, la heletsa matlo hore le tiise lerako. Pakeng tsa marako a mabedi la haha letamo, la le hahela ho thibela metsi a Letshana la Kgale; empa la se ke la natsa Moetsi wa lona, kapa la tsotella ya le rerileng kgalekgale. Ka tsatsi leo Morena, Morena wa mabotho, a le bitsa, a le bitsetsa ho lla le ho ba bofifing, ho beola moriri le ho apara tse mahwashe. Empa ya eba thabo, ya eba nyakallo, ha hlajwa makgomo, ha hlajwa manku, ha jewa dinama, ha nowa veine! “A re jeng, re inwelleng,” lona la rialo, “hobane hosasane re tla be re shwele!” Morena wa mabotho o ile a senola tsena, moo ke utlwang, a re: “Ruri bokgopo bona bo ke ke ba tshwarelwa ho fihlela le eshwa,” ho rialo Morena Modimo wa mabotho. Morena Modimo wa mabotho, a bua, a re: “Eya ho Shebena, e leng ramatlotlo, le molebedi wa ntlo ya kgosi, o re ho yena: O etsang moo, ka tumello ya mang, ha o ntse o itjhekela lebitla, o le tjheka moo ho phahamileng, o ipetlela lebitla la phomolo lefikeng?>*** “Bona, Morena o kgatheng la hoo tshwara, a o akgele hole, wena senatla towe! Ruri o tla o phuthaphutha ka thata sa pidikwane, a o lahlele hara naha e nammeng. O tla ya shwela naheng eo, le kariki tseo o itlotlang ka tsona di felle moo, wena ya tlontlolotseng lapa la monga hao. Ke tla o tlosa tulong tsa hao, ke o hlobodise boemo ba hao. “Ka tsatsi leo, ke tla bitsa mohlanka wa ka Eleakime, mora wa Hilekiya. Ke tla mo apesa seaparo sa hao, ke mo tlame ka senyepa sa hao, le matla a hao a ho busa a be matsohong a hae. Yena e tla ba ntata ho baahi ba Jerusalema le ho ba ntlo ya Juda. Ke tla mo nea dinotlolo tsa ntlo ya Davida; ha a butse ha ho ya tla kwala, ha a kwetse ha ho ya tla bula. Ke tla mo kgokgothela sebakeng se tiileng jwalokaha eka ke thakgisa, mme e be terone e tlotlehang ya lapa la ntatae. Tlotla yohle ya lapa labo e tla ba hodima hae; ya ditloholo le ya ditloholwana, ya dijana tsohle tse nyenyane, le ya dipitsa tsohle tsa mepotjwana. “Ka tsatsi leo,” ho rialo Morena wa mabotho, “thakgisa e kgokgothetsweng moo ho tiileng e tla kgokgothollwa, e kgaolwe, e wele fatshe, mme tsohle tse neng di itshwareletse ka yona di tla senyeha,” ho rialo Morena. Bona ke boporofeta malebana le Tire: Bokollang lona dikepe tsa Tarashishe, hobane Tire e ripitlilwe, ha ho sa na ntlo, ha ho sa na kou ya dikepe! Tsebiso ena e tswa naheng ya Kitime, e senoletswe ba naha ya Tire. Kgutsang lona ba ahileng pela lebopo, kgutsang lona bahwebi ba Sidone, ba ruisitsweng ke ba tshelang mawatle. Koro ya Shihore e tshedisitswe mawatle a maholo, tjhai ya phula ya Nile ya tlisetsa Tire mouno, Tire ya ruiswa ke ho hweba le tjhaba tse ding. Ako itshwabele wena Sidone, wena o leng qhobosheane ya lewatle, hoba lewatle le buile, la re: “Ha ke eso be le mahlaba a pelehi, le ho tswala ha ke eso tswale, ha ke eso hodise bara, le baradi ha ke eso ba hodise.” Ha Baegepeta ba hlabelwa mokgosi ba tla tshoha ha ba utlwa tsa Tire. Tshelelang mose ho Tarashishe; bokollang lona ba ahileng pela lebopo la lewatle. Na oo ke wona motse wa lona wa menyaka, motse o theilweng mehleng ya kgalekgale, o ila romela baahi ho ya aha naheng tse hole? Ya ileng a rerela Tire tsee ke mang? Tire, motse wa ho hlomamisa dikgosi, oo bahwebi ba wona e leng mahosana, oo bo-radikgwebo ba wona ba tummeng fatsheng lohle? Ke Morena wa mabotho ya rerileng hona, ho fedisa boikgantsho ba bohle ba tlotlwang, ho kokobetsa bohle ba tummeng lefatsheng. Wena moradi wa Tarashishe haola naheng ya heno, o haole ho yona jwaloka noka ya Nile, hobane ya o thibelang ha a sa le yo. Morena o otlolotse tsoho la hae, a le otlolla hodima lewatle, a etsa hore mebuso e thothomele. Malebana le Kanana Morena o entse taelo, hore qhobosheane tsa yona di ripitlwe. Yaba o re: “Wena moradi wa Sidone ya ripitlilweng, o ke ke wa hlola o nyakalla hape! Leha o ka tsamaya wa tshelela Kitime, le teng phomolo o ke ke be wa e bona!” Tadima naha ya Bakalatiya, ya tjhaba seo e seng e se letho! Baasiria ba e fetotse hwatata la dibatana, ba haha tora tsa bona tsa dibohodi, ba heletsa qhobosheane tsa yona, ba e siya e fetohile masupi. Bokollang lona dikepe tsa Tarashishe, hoba qhobosheane ya lona e ripitlilwe. Ho tloha ka tsatsi leo, Tire e tla lebalwa ka dilemo tse mashome a supileng, e leng nako e lekanang le dilemo tsa ho phela ha kgosi. Ha dilemo tseo tse mashome a supileng di fetile, Tire e tla tshwana le seotswa se bolelwang pineng e reng: “Nka harepa ya hao o potolohe le motse, wena seotswa towe, o seng o sa hopolwe; tsanyaola melodi, o bine dipina tse ngata, o tle o boele o hopolwe hape.” Ha dilemo tse mashome a supileng di fetile, Morena o tla hopola Tire. Jwaloka seotswa sena Tire e tla boela kgwebong ya yona, e sebedisane le mebuso yohle e teng lefatsheng. Phaello eo e tla e fumana ka kgwebo ya yona e tla e abela Morena. E ke ke ya boloka phaello eo ho ithuisa ka yona, empa e tla newa ba kgumamelang Morena, mme bona ba tla kgora, ba apare tse majabajaba. Morena o tla falatsa lefatshe, a le timetse, sebopeho sa lona a se senye, baahi ba lona a ba hasanye. Ho tla ba jwalo ho moprista le ho setjhaba, ho mohlanka le ho monga hae, ho lekgabunyane le ho mofumahadi wa lona; ho be jwalo ho moreki le ho morekisi, ho moadimi le ho moadimuwa, ho morui le ho mofutsana. Fatshe le tla falatswa kahohlehohle, tsohle tsa lona le di amohuwe, hobane Morena o buile jwalo. Fatshe le bofifing, le bile le a pona, fatshe le a tepella, le bile le a pona, bahlomphehi ba lefatshe le bona ba a tepella. Fatshe le silafaditswe ke baahi ba lona, ba tlotse melao, ba robile ditaelo; ba sentse selekane sa kamehla yohle. Kahoo thohako e aparetse lefatshe, baahi ba lona ba jere molato wa bona, ba tjheswa ke lebatama, ho sale ba mmalwana. Veine e ntjha e fofile, fate tsa morara di ponne, ba thabileng ba aparelwa ke maswabi. Meropa ya thabo e kgaotsa ho tidinya, mehoo ya ba nyakaletseng le yona e a fela, pina tsa diharepa le tsona di kgaoditse. Veine e fedile le dipina ha di sa le yo, dino tse tahang ke mohalakane ho ba di nwang. Motse wa mafeela o fetohile lesupi, matlo wohle a tinketswe, hore ha se be ya ka kenang. Diterateng tsohle batho ba llela veine, menyaka yohle le yona e se fedile, lefatsheng lohle medidietsane ha e sa utlwahala. Hara motse ho setse masupi feela, menyako ya motse e robehile dikotwana. Ho tla ba jwalo lefatsheng, hara ditjhaba, ho be jwaloka fate sa mohlwaare ha se hlohlorwa, ho kgwahlapiswa morara o setseng ha ho kotulwa. Ba tla howeletsa ka mantswe a phefa, ba binele Morena ya tlotlehang, ba howe haholo, ba howe ho tloha bophirimela. Lona ba ka botjhabela tlotlisang Morena, le lona ba dihlekehlekeng, le tlotlise bitso la Morena, Modimo wa Iseraele. Pina tse tswang pheletsong tsa lefatshe re di utlwile: “Tlotla e ke e iswe ho Ya Lokileng!” Empa nna ke re: “Ke fedile! Ke fedile! A nna elwa!” Mahlabaphiyo a ntsa tswela pele ho eka, bohlabaphiyo ba wona bo ntse bo hatela pele! Tshabo le mohohlo le leraba di o emetse, di emetse wena ya ahileng lefatsheng. Ya balehang mokgosi o bakwang ke tshabo, yena o tla wela kahara mohohlo; ya ngwangwarelang hore a tswe ka mohohlong, raba le tjhehilweng yena le tla mo tshwasa. Pula ya ditlwebelele e tla tsholoha e etswa hodimo, metheo ya lefatshe le yona e tla reketla. Fatshe lohle le tla ripitlwa, le ripitlwe, fatshe lohle le tla phatloha, le phatlohe, fatshe le tla sisinngwa madulong a lona, le sisinngwe. Fatshe le tla thekesela, le kapeye sa letahwa, le tsokotsehe sa lephephe la molebedi; dibe tsa lona di tla le imela haholo, ebe le a wa, ha le hlole le tsoha hape. Ka tsatsi leo, Morena o tla otla, a otle mabotho a hodimo lehodimong, kgosi tsa lefatshe a di otlele lefatsheng. Kgosi di tla kgobokanngwa tsohle di be mmoho, di kgobokanngwe sa batshwaruwa ba le ka mohohlong, ebe di ya kwallwa ka tjhankaneng, kamora matsatsi a mangata di nto newa kotlo. Kgwedi e tla fifala, tsatsi le ipate sefahleho, ha Morena wa mabotho a busa Sione le Jerusalema, baholo a ba senolela tlotla ya hae. Oho, Morena, ke wena Modimo wa ka, ke tla o tlotla, ke rorise lebitso la hao, hobane wena o entse dimakatso, merero ya hao ya kgale e a tshepeha, ke ya nnete. Wena o fetotse motse qubu ya majwe, motse o haheleditsweng wa o fetola lesupi, motse wa bokgosi wa baditjhaba ha e sa le motse, le ho tsoswa o ke ke wa hlola o tsoswa. Kahoo ditjhaba tse matla di tla o tlotlisa, metse ya tjhaba tse sehloho e o tshabe, hobane o bile setshabelo ho mafutsana, wa ba setshabelo ho bahloki tsietsing tsa bona, wa ba mosireletsi nakong ya difefo, wa ba moriti hara lebatama la letsatsi. Moya wa ya sehloho o ka sefefo se thula lebota, o ka lebatama la letsatsi lehwatateng. Rata la baditjhaba o tla le fedisa; jwalokaha leswiti le kokobetsa motjheso, le pina ya ya sehloho e tla fediswa jwalo. Thabeng ena Morena wa mabotho o tla etsa mokete, a etsetse tjhaba tsohle mokete wa dimonate, a o etse ka veine e ritelehile, dijo di le monate, veine e ritelehile. Thabeng ena o tla tlosa lesira, le fifaditseng tjhaba tsohle, a tlose lesela le fifaditseng ditjhaba tsohle. Morena Modimo o tla fedisa lefu, le felle ruri, a hlakole meokgo fahlehong tsa batho bohle, a tlose dihlong tjhabeng sa hae fatsheng lohle, hobane Morena o buile jwalo. Ka tsatsi leo, batho ba tla re: “Ruri enwa ke Modimo wa rona, re ile ra mo tshepa, o re pholositse; enwa ke Morena, re ile ra mo tshepa, a re nyakalleng, re thabele ha a re pholositse.” Morena o tla sireletsa thaba ena, Bamoabe bona a ba hatakele, a ba hatakele sa mmoko o hatakellwa moraheng. Leha ba ka phakalatsa matsoho a bona hodima moraha, ba a phakalatsa sa sehlapi se sesa, Morena o tla fedisa boikgantsho ba bona, le hoja matsoho a bona a le bohlale. Qhobosheane e marako a phahameng o tla e heletsa, a e heletse, e burame fatshe, a e heletse, e fetohe lerole. Ka tsatsi leo, naheng ya Juda ho tla binwa sefela sena: Re na le motse o matla, ka marako le metero ya wona Modimo o a re pholosa. Bulang menyako ya motse, tjhaba se lokileng se kene, tjhaba se tshepahalang se kene. O boloka kgotso ya ba maikutlo a tsitsitseng, hobane bona ba fela ba o tshepile. Itshepele Morena kamehla yohle, hobane Morena Modimo, ke Fika la mehla yohle. Ba tulong tse phahameng o a ba theola, motse o phahameng a o kokobetse, a o heletse o wele fatshe, a o theolele tlase, leroleng. O tla hatakelwa ka maoto, o hatakelwe ke maoto a mafutsana, o hatakelwe ke mehato ya bahloki. Tsela ya ya lokileng ha e na makukuno, wena Ya Lokileng o batalatsa tsela ya hae. Oho, Morena, re o emetse, re tsamaya tseleng ya dikahlolo tsa hao; lebitso la hao le botumo ba hao ke tsona tseo re di labalabelang. Moya wa ka o o tsetselela bosiu, pelo ya ka le yona e o hlolohetswe haholo. ha kahlolo tsa hao di phethwa lefatsheng, baahi ba lefatshe ba tla ithuta ho loka. Leha ba kgopo ba ka hauhelwa, ha ba ke be ba ithute ho loka; leha ba ka phela naheng ya toka, ba tswela pele ho nna ba etsa bokgopo, botlotlehi ba Morena ba se ke ba bo bone. Tsoho la hao le phahamisitswe, Morena, empa batho bana bona ha ba le bone; ako ba bontshe ha o tjhesehela tjhaba sa hao, ba bone, mme dihlong di ba aparele, mollo o tjhesang dira tsa hao o ba timetse. Morena, o re theela kgotso, hoba mesebetsi yohle ya rona e phethilwe ke wena. Oho, Morena Modimo wa rona, babusi ba bang ba kile ba re busa, empa ke bitso la hao feela leo re le tlotlang. Ba shwele, ba ke ke ba hlola ba phela, ba mabitleng, ba ke ke ba hlola ba tsoha; o ba otlile, wa ba wa ba timetsa, wa etsa hore ba se hlole ba hopoleha. Oho, Morena, o se atisitse setjhaba, o se atisitse, o a tlotleha ke hona; wa namisa meedi ya naha. Morena, ba tlile ho wena ba tsielehile, ha o ba kgalema yaba ba a o rapela. Jwalokaha moimana ya kgatheng la ho beleha a ye a meneke, a lliswe ke mahlaba a hae, le rona re bile jwalo mahlong a hao Morena. Re ne re le baimana, re meneka ke mahlaba, empa ha re pepa ra beleha moya feela. Fatshe la rona ha re a le tlisetsa pholoho, ba tla aha ho lona le bona ha ba a tswalwa. Bafu ba lona ba tla boela ba phele, ditopo tsa bona di tla boela di tsoha. Lona ba phelang leroleng, tsohang le bine; kahobane phoka ya hao e tshwana le phoka ya hoseng, fatshe le tla boela le tsosa bafu ba lona. Ikeleng tjhaba sa ka, le kene kamoreng tsa lona, ha le se le kene, le ikwalle kahara tsona, le ipate ho se hokae, kgalefo e be e fele. Bonang, Morena o tswa ka leahong la hae, ho ahlolela baahi ba lefatshe dibe tsa bona. Fatshe le tla hlahisa madi a tsholletsweng hodima lona, ba bolaetsweng ho lona le ke ke la hlola le sa ba pata. Ka tsatsi leo, Morena o tla bolaya kganyapa, a e bolaye ka sabole e bohale, e kgolo, e sefea, kganyapa, noha e tjhalametsang, kganyapa, noha e bothang e ikgarile, ke yena ya tla bolaya sebata sa lewatleng. Ka tsatsi leo, ho tla thwe: “Binelang rapa sa morara se behang haholo. Ke nna Morena, mohlokomedi wa sona, ke se nwesetsa ka dinako tsohle, ke se lebela motsheare le bosiu, hore ho se be le ya mong ya ka se senyang. Ho halefa ha ke a halefa. Ha ho ne ho eme hlabahlabane, ho eme le meutlwa kapele ho nna, ke ne ke tla e futuhela ke e lwantshe, ke e hatakele kaofela ha yona, ke e tjhese. Ho seng jwalo, a ba ke ba tle ho nna, nna ke be setshabelo sa bona, ba tle ho nna ke etse kgotso le bona. E, ba tle ho nna ke etse kgotso le bona”. Ka matsatsi a tlang Jakobo o tla hloma, Iseraele a thunye, a etse dipalesa, fatshe lohle le tlale tholwana tsa hae. Na Morena o ile a otla Iseraele jwalokaha a ile a otla ba ileng ba mo otla? Na o bolailwe jwaloka ba ileng ba mmolaya? O mo otlile ka ho mo lelekela naheng esele, wa mo fefola ka moya o matla, jwaloka mohla moya wa botjhabela o fokang. Molato wa Jakobo o tla hlakolwa tjena, ena e be tsela ya ho fedisa sebe sa hae: Ha a fedisa dialetare tsohle tsa majwe, a di sila, a di etsa thuethue sa phofo ya mokwetla, medimo ya bohata, le tshwantsho tsa Ashera, di se di le siyo. Motse o haheleditsweng o fetohile dithako, ke motse o siilweng, o furaletsweng sa lehwatata, ke moo manamane a fulang teng, a be a bothe, a itjelle makala. Makala a motse oo ha a omme a ye a rojwe, basadi ba a rwalle, ba bese mollo ka wona. Tjhaba sena ke sa batho ba hlokang kutlwisiso, kahoo Mmopi wa sona a ke ke a se utlwela bohloko, Mmopi wa sona a ke ke be a se hauhela. Ka letsatsi leo, Morena o tla pola koro ho tloha nokeng ya Euferatese ho ya fihla molatswaneng wa Egepeta, ebe lona bana ba Iseraele, le bokellwa ka bonngwe. Ka lona tsatsi leo, ho tla letswa lenaka le leholo, mme ba neng ba le lekgatheng la ho shwela naheng ya Asiria, le ba neng ba leleketswe naheng ya Egepeta, ba tla kgutla, ba kgumamele Morena thabeng e halalelang e Jerusalema. Ho madimabe mofaphlooho wa botlotlehi, oo matahwa a Efraime a kgabang ka wona! Ho madimabe thunthung e ponang, eo e leng tlotla ya botle ba hae, e metseng qetheng ya kgohlo e manoni, eo matahwa a ikgantshang ka yona! Bonang, Morena o na le ya matla, ya sefutho, ya kang fefo sa lehodiotswana se senyang, ya kang pula ya ditlwebelele ya morallo: Ke yena ya tla o akgela fatshe ka sefutho. Mofapahlooho wa botlotlehi wa matahwa a Efraime, o tla hatakelwa ka maoto. Thunthung e ponang, e leng tlotla ya botle ba hae, e metseng qetheng ya kgohlo e manoni, e tla ka feiye e butswang pele ho lehlabula, e kgolwang ke ya e bonang, ebe o a e ja. Ka tsatsi leo, Morena wa mabotho e tla ba mofapahlooho wa tlotla, e be moqhaka o kgabane ho masalla a tjhaba sa hae. E tla ba moya wa toka ho ba okametseng kahlolo, le wa bonatla ho ba phumelang sera kgorong ya motse. Batho bana le bona ba thekesediswa ke veine, jwala bo bohale bo etsa hore ba kgothometsehe; baprista le baporofeta ba thekesediswa ke jwala, kelello di tsherehantswe ke ho itlopa veine, jwala bo bohale bo etsa hore ba kgothometsehe; ba bona dipono ba ntse ba thekesela, dinyewe ba di ahlola ba ntse ba ratseela ke jwala. Tafole tsohle di tletse mahlatsa le ditshila, ha ho na sebaka le se seng se hlwekileng. “Ke bo-mang bao moporofeta a tla ba ruta? Molaetsa wa hae o tla o hlalosetsa bo-mang? O loketse masea a sa tswa kgweswa, bana ba sa tswa tloswa letsweleng! Thuto ya hae ke: Molao hodima molao, molao hodima molao, taelo hodima taelo, taelo hodima taelo; hanyenyane mona, hanyenyane mane.” Kahoo Morena o tla bua le tjhaba sa hae, a bue le sona ka maleme a batho basele, a bue le sona ka maleme a baditjhaba. O kile a bua le sona, a re: “Ke tla le fa phomolo ya sebele, ba kgathetseng ba tlo phomola; ke tla fela ke le kgatholle.” Leha ho le jwalo, ha ba a ka ba mamela. Ka baka leo ntswe la Morena e tla ba lena ho bona: Molao hodima molao, molao hodima molao, taelo hodima taelo, taelo hodima taelo; hanyenyane mona, hanyenyane mane, etlere ha ba tsamaya ba we ka sanketse, ba robehe, ba tshwaswe, ba thopuwe. Mamelang lona basomi ba busang tjhaba se Jerusalema, lentswe la Morena ke lena: Lona le itse: “Re entse selekane le lefu, ra etsa tumellano le Nqalo ya Bafu. Ha koduwa e tshabehang e wela lefatshe, rona e tla re feta mohwalotso, hoba leshano ke tshabelo sa rona, bohata ke bona tshireletso ya rona.” Kahoo Morena o bua tjena: “Ke bea lejwe la motheo Sione, lejwe le lekilweng, la bohlokwa, la mantlha; ke lejwe la nnete, la motheo: Ya dumelang hona o tla ba le mamello. Toka e tla ba kgwele e lekanyang, ho loka e be kgwele e otlollang; sefako se tla hohola tshabelo sa mashano, metsi a kwahele baka tsa ho ipata.” Selekane sa lona le lefu se tla fediswa, tumellano ya lona le Nqalo ya Bafu e fediswe. Mohla koduwa e tshabehang e welang lefatshe, e tla le wela hodimo, e le hatakele. Kamehla ha e feta e tla le hohola, e le hohole hoseng, motsheare le bosiu; ha le utlwisisa molaetsa ebe le a tshoha. Moalo o mokgutshwanyane hoo o ke keng wa nama, kobo e nyenyane hoo o ke keng wa ikatela. Morena o tla hlaha sa mohla thabeng ya Perasime, kgalefo ya hae e tlokome, sa mohla Kgohlong ya Gibeone, a phethe mosebetsi wa hae o hlollang haholo, a phethe ketso tsa hae tse tsotehang haholo. Ka baka leo, se iketseng basomi, esere mahlaahlela a imela matsoho a lona, hobane ke utlwile ha ho phatlalatswa timetso, e phatlalatswa ke Morena, Modimo wa mabotho, a re lefatshe lohle le tla timetswa. Theang tsebe le utlwe lentswe la ka, mamelang le utlwe polelo tsa ka. Na ya lemelang ho jala a ka lema motjha-o-tjhele? A dulela ho lema le ho phophotha makwete? Ha a thuile makwete o jala kolojannere le sepaile, ebe koro yona o e jala ka mela, harese le mabele a di jale temeng ya tsona. Tsena o di rutilwe ke Modimo wa hae, a mo kwetlisetsa tsona hantle. Ha ho polwa kolojannere ha ho sebediswe selei, mabidi a kariki ha a pole sepaile; molamu o sebediswa ha ho polwa kolojannere, sepaile sona se polwe ka lere. Na koro e hailwa hore e thumisehe? Tjhe, ha e ke e hailwa kamehla; leha e hatiswa ka mabidi a kariki, dipere ha di ke be di e thumise. Tsena tsohle di tswa ho Morena wa mabotho, keletso tsa hae ke tse makatsang, bohlale ba hae ke bo tebileng. Ariele! Ariele! O madimabe hakaakang! Wena motse oo Davida a kila emisa ho wona! A dilemo di fete ka ho latelana, le mekete ya hao e nne e hlahlamane. Ke tla o dihela koduwa hodimo, o be bofifing, o lle sa mmokotsane, o ke aletare e tukang mollo. Ka mabotho ke tla o etsetsa sakana-la-nkope, ka ditora ke o etsetse thibella, ke hlome metero ho o potapota. O tla bua o rapaletse fatshe, o bue o le leroleng la lefatshe; ntswe la hao e tla ka la sethotsela, polelo tsa hao di hweshetswe di etswa leroleng. Matshwele a dira tsa hao a tla fetoha lerole, mphi tse sehloho di fefolwe sa mmoko, hanghang hona ho tla etsahala ka ho panya ha ntshi! Morena wa mabotho o tla o pholosa, a o pholose ka diaduma le ka tshisinyeho ya lefatshe, a o pholose ka rata le leholo, ka sefefo le setsokotsane le malakabe a timetsang. Matshwele a tjhaba tsohle tse lwantshang Ariele, a e futuhelang le qhobosheane ya yona, a e futuhele a be a e thibelle, a tla feta sa toro le pono ya bosiu. Jwalokaha ya lapileng a ye a lore a eja, ere ha a tsoha a iphumane a ntsa lapile; jwalokaha ya nyorilweng a ye a lore a enwa metsi, ere ha a tsoha a iphumane a kgathetse, a nyorilwe; ho tla ba jwalo le ho matshwele a tjhaba tsohle, ho matshwele a lwantshang Thaba ya Sione. Tsherehanang le thotofale! Iphoufatseng le sitwe ho bona! Tahwang empa le sa nwa veine! Ratseelang empa le sa nwa jwala! Morena o le tliseditse sephume sa boroko, o le tutubaditse, lona baporofeta, o le kgurumeditse dihlooho, lona dinohe. Ho wena pono ena e tshwana le buka e kwetsweng, ya bitielwa. Ha o ka e nea motho ya tsebang ho bala, wa re ho yena: “E bale!” eo o tla araba, a re: “Ke sitwa ho e bala, hobane e kwetswe, e bitietswe.” Leha o ka e nea motho ya sa tsebeng ho bala, wa re ho yena: “E bale!” eo o tla re: “Ha ke tsebe ho bala!” Yaba Morena o a bua, o re: “Tjhaba sena se bua le nna ka melomo feela, se ntlhompha ka melomo ya sona feela, empa pelo tsa sona tsona di hole le nna; se ntshaba ho ya ka ditaelo tsa batho, ditaelo tseo se di rutilweng ke batho. Kahoo tjhaba sena ke tla boela ke se makatsa, ke se etsetsa dimakatso tse ngata. Bohlale ba bahlalefi ba sona bo tla fela, kelello ya ba nang le kelello e nyamele.” Ho madimabe ba patelang Morena merero ya bona, ba e etsetsang lefifing, ba re: “Ke mang ya re bonang? Ke mang ya re tsebang?” Ntho le di hlabisa hlohlodingwane, jwalokaha eka sebopi sa tsona ke letsopa. Na se bopilweng se ka bua ka mmopi wa sona, sa re: “Hase yena ya mpopileng”? Na pitsa e ka bua ka sebopi sa yona, ya re: “Ha se tsebe letho”? Haufinyane, Lebanone e tla fetoha masimo a kgwiti, kgwiti eo e fetohe moru o teteaneng. Ka tsatsi leo, bo-tutu ba tla utlwa polelo tsa buka, leha difofu di le lefifing, di le botshong, mahlo a tsona a tla bona. Baikokobetsi ba tla boela ba thabela Morena, mafutsana a thabele Ya Halalelang wa Iseraele. Ba sehloho ba tla timela, le basomi ba fele, ba tjhatjhehelang bobe le bona ba timetswe: Ba beang motho molato ka polelo tsa bona, ba tswakeletsang ya emelang toka ka lekgotleng, ka paki ya bohata ba sitise ya lokileng, ba mo sitise ho ahlolwa ka toka. Ka baka leo, Morena ya lopolotseng Aborahama o bua tjena ho ba lelapa la Jakobo: “Jakobo ha a sa tla hlola a hlajwa ke dihlong, fahleho sa hae ha se ka ke sa hlola se pudufala. Bana ba hae ba tla halaletsa lebitso la ka, ha ba bona mosebetsi wa matsoho a ka, ba halaletse lebitso la ka, ba halaletse Ya Halalelang wa Jakobo, ba tshabe Modimo wa Iseraele. Bao meya ya bona e lahlehileng ba tla ba le kutlwisiso, ba neng ba belaela ba thabele ho fumana thuto.” Morena o re: “Le madimabe hakaakang bana ba mahlabaphiyo, ba phethang merero eo e seng ya ka, ba etsang dilekane ba se na Moya wa ka, ba etsang hore dibe di tote! Le theohela Egepeta le sa ntherisa, tshireletso le yo e batla ho Faro, le tshabele moriting wa Egepeta. Tshireletso ya Faro e tla le hlabisa dihlong, ho tshabela moriting wa Egepeta e be ho tlontloloha. Leha mahosana a bona a se a le Sowane, maqosa a bona a sa fihlile Hanese, bohle ba tla hlabiswa dihlong ke tjhaba seo, hoba tjhaba seo ha se ba thuse ka letho ha se ba tlisetse thuso, ha se ba etsetse molemo, haese ho ba tlisetsa maswabi le ho tlontloloha.” Bona ke boporofeta malebana le dibatana tsa naha e ka Borwa: Naheng ya ditsietsi le ya mahlomola, naheng ya ditau le ditauhadi, ya bo-marabe le ya noha tse mahloko, tse tjhalametsang, maqosa a belesitse maruo a wona hodima ditonki, matlotlo a wona hodima dilota tsa dikamele, a a isetsa tjhaba sena se se nang thuso, a iswa Egepeta, naheng e se nang thuso, kahoo ke e bitsa kganyapa e se nang kotsi. Eya, o ba ngolle tsena hodima letlapa ba ntse ba bona, o ba ngolle tsona bukeng, e le hore ka matsatsi a tlang e tle be bopaki, e tle be bopaki ba kamehla yohle. Tjhaba sena ke sa mahlabaphiyo, bana ba sona ke bo-raleshano, molao wa Morena ha ba o mamele. Ho dinohe ba re: “Le se hlole le bona dipono!” Ho baprorofeta, ba re: “Se re porofeteleng tse lokileng! Re bolelleng tse re thabisang, le re porofetele tsa bohata. Suthang tseleng, le kgelohele kathoko, le kgaotse ho re bolella tsa Ya Halalelang wa Iseraele!” Kahoo Ya Halalelang wa Iseraele o re: “Kahobane le hanyetsa keletso ena, le tshepa kgatello le bokgopo, le beile tshepo ya lona ho tsona, bokgopo bona bo tla ka lerako le phahameng, le seng le petsohile, le hlephile, le helehang ka ho panya ha ntshi. O tla le thuakanya sa pitsa ya letsopa e pshatleha makumane, a thuakanye a sa qenehele letho, hoo ho ke keng ha sala le lengetana la ho okga mollo, kapa lona la ho kga metsi, ho a kga ka sedibeng.” Morena Modimo, ya Halalelang wa Iseraele, o bua tjena: “Ha le ka baka, la ba le kgotso, le tla pholoha, ha le ka kgutsa, la ba le tshepo, le tla matlafala, empa le hanne ho etsa jwalo. Le itse: Tjhe, re tla palama dipere, re balehe! E, le tla fela le balehe! La ba la re: Re tla palama tse lebelo! Tse le phaladisang di tla ba lebelo ho feta! Ba sekete ba lona ba tla phaladiswa ke a le mong, ba bahlano bona ba le phaladise bohle, ho fihlela le sala le ka sefate, se itsolokileng hodima thaba, le ka mokgele hodima leralla.” Empa Morena o rata ho le hauhela, o labalabela ho tla le rekolohela, hobane Morena ke Modimo wa toka, ho lehlohonolo bohle ba mo lebeletseng. Oho, lona setjhaba sa Sione, lona ba ahileng Jerusalema, le ke ke la hlola le sa lla. Ha le ka ipiletsa ho yena, o tla le hauhela; hanghang ha a utlwa sello sa lona o tla le araba. Leha Morena a le fepa bohobe ba matshwenyeho, a le nwesa metsi a ditsietsi, baruti ba lona ba ke ke ba hlola ba pateha, empa le tla ba bona ka mahlo a lona. Leha le ka kgelohela ka tsohong le letona kapa ka ho le letshehadi, le tla utlwa lentswe le le nyenyeletsa, le re: “Ena ke yona tsela, tsamayang ka yona.” Medimo ya lona ya bohata, e manehilweng silefera, le medimo ya lona ya ditshwantsho, e manehilweng kgauta, le tla e silafatsa, le e lahle jwaloka lesela la lehatlelo, le re ho yona: “Tlohang mona!” Dijalo tsa lona, tseo le di jalang masimong, Morena o tla di nesetsa pula, a le fe dijo tse ngata tse tswang mobung, tjhai e be kgolo. Mohlang oo, mehlape ya lona e fula makgulong a mangata. Dipholo le ditonki tse lemang di tla ja furu e monate, e ileng ya oloswa ka kgarafu le ka kgafole. Hodima thaba ka nngwe e phahameng, le hodima leralla ka leng, ho tla ba le melatswana ya metsi a phallang, mohla batho ba bolawang ba etswa mofela, le ditora di helehang. Ngwedi e tla lekana le lesedi la letsatsi, lesedi la letsatsi lona le lekane le lesedi la matsatsi a supileng. Tsena di tla etsahala ka letsatsi leo ka lona Morena a tlamellang maqeba a setjhaba sa hae, a fodisang le matetetso a sona. Bonang, bitso la Morena le tswa hole, kgalefo ya hae e a tlokoma, kotlo e boima; molomo wa Morena o tletse kgalefo, leleme le hae le ka mollo o timetsang. Ho phefumoloha ha hae ho ka nokana e eja ditlhokwa, metsi a nyoloha ho ya fihla molaleng, ho hlokola ditjhaba mafeela a tsona ho di kenya kgwathatha e tla di kgelosa tsela. Empa lona le tla bina difela, jwaloka mohla bosiu ba mokete o halalelang, pelo tsa lona di nyakalle sa ba letsang makodilo, ba a letsa ba eya thabeng ya Morena, ba eya ho Lefika la Iseraele. Morena o tla utlwahatsa lentswe le tlotlehang la hae, a bonahatse tsoho la hae ha le theoha, le theoha ka mabifi le ka kgalefo, ka malakabe a mollo o timetsang, ka leru le phatlohang, le ka difefo, le ka sefako. Baasiria ba tla tshoswa ke ntswe la Morena, ha Morena a ba otla ka molamu wa hae. Ha Morena a ba otla ka molamu wa hae, ho tla thoholetswa ka meropa le diharepa, mme Morena ke yena ya tla ba kgakgatha ka molamu wa hae. Kgale setjhesetso se lokiseditswe kgosi, se batsi, se bile se tebile; jwang le dihotetso di entse pokella, ho phefumoloha ha Morena ho kang nokana ya sebabole, ho tla se hotetsa se laime malakabe. Ho madimabe ba yang Egepeta ho kopa thuso, ba tshepileng dipere le boiyane ba kariki tsa ntwa, le bapalami ba dipere hobane e le dinatla, empa ba sa natse Ya Halalelang wa Iseraele, ba sa ipiletse ho Morena ho batla thuso. Empa Morena o bohlale, o tla tlisa koduwa, a ke ke a fetohela seo a ileng a se bolela; malapa a ba kgopo o tla a tsohela matla, le bathusi ba ba etsang bokgopo a ba tsohele matla. Baegepeta ke batho ba nama, hase modimo, pere tsa bona ke tsa nama, hase tsa moya. Ha Morena a otlolla tsoho la hae, ya thusetsang o a kgothometseha, ya thusetswang ebe yena o a wa, bobedi ba bona ebe ba a timela. Morena o bua tjena ho nna: “Ha tau le tawana di puruma hodima sefifi, leha sekgakgatha sa badisana se ka di futuhela, di ke ke tsa tshoswa ke mehoo ya bona, di ke ke tsa nyaroswa ke lerata la bona. Le Morena wa mabotho o tla theoha jwalo, ho tla lwanela Thabeng ya Sione le leralleng la yona. Jwalokaha nonyana di thathalatsa mapheo, Morena wa mabotho o sireletsa Jerusalema jwalo; o tla e sireletsa a e lopolle, a fete hodima yona a e pholose.” Lona Baiseraele, kgutlelang ho eo le mo furaletseng haholo. Ka letsatsi leo, e mong le e mong o tla furalla medimo ya hae ya bohata, ya silefera le ya kgauta, eo a iketseditseng yona ka matsoho a hae a boetsadibe. “Baasiria ba tla bolawa, ba bolawe ka sabole e se ya motho, ba timetswe ka sabole e se ya motho. Baasiria ba tla baleha sabole, bahlankana ba bona ba sebediswe ka thata. Kgosi ya bona e tla baleha ke ho tshaba, balaodi ba lahle mekgele ya bona ke ho tshoha,” ho rialo Morena eo mollo wa hae o leng Sione, eo sebopi sa hae se leng Jerusalema. Bonang, kgosi e tla busa e buse ka ho loka, mahosana a yona a buse ka toka. Kgosi ka nngwe e tla ka lephephe ha moya o puka, e ke setshabelo nakong ya sefefo, e ke nokana tsa metsi lehwatateng, e ke moriti wa lefika naheng e omeletseng. Mahlo a ba bonang a ke ke a fifala, tsebe tsa ba utlwang di tla mamela. Ba kelello di tatang ba tla tseba, ba utlwisise, maleme a mahwelea a rarolohe, a bue hantle. Sethoto se ke ke sa hlola se bitswa kgosana, kapa senokwane sa hlompheha haholo; hobane sethoto se bua bothoto, le ho nahana se nahana tse kgopo: Se etsa tse kgopo, se bua tsa bohata ka Modimo; ba lapileng ha se ke se ba fepa, ba nyorilweng se ba tima metsi. Mekgwa ya senokwane e mebe, kamehla se rera merero e kgopo, ho timetsa mafutsana ka polelo tsa mashano, leha thapedi ya bahloki e nepahetse. Empa ya kgabane o rera merero e kgabane, bokgabeneng ba hae a ke ke a sisinngwa. Lona basadi ba iketlileng, tsohang le mamele lentswe la ka! Lona barwetsana ba itshepileng, mamelang seo ke se bolelang! Etlare hoba selemo se fetafete, lona basadi ba iketlileng le tla thothomela; morara o kotulwang o tla ba siyo, le ditholwana di ke ke tsa eba teng. Thothomelang, lona basadi ba iketlileng! Tlakaselang, lona barwetsana ba itshepileng! Hlobolang aparo tsa lona, itlameng matheka ka tse mahwashe! Llelang masimo a lona a matlematle, le llele morara o atlehileng; le llele le naha ya tjhaba sa ka, naha e metseng meutlwa le hlabahlabane; llelang matlo wohle a boithabiso, le llele motse ona wa menyanyako. Ntlo ya kgosi e tla sala e le feela, mmidimidi o hara motse o fele; qhobosheane le tora e tla ba dithako kamehla, tonki di thalle teng, le mehlape e fule teng, ho fihlela Moya o tswang hodimo o theolelwa hodima rona, lehwatata le fetoha kgwiti ya masimo, kgwiti eo e tshwana le moru o teteaneng. Toka e tla ba teng lehwatateng, ho loka ho be teng hara kgwiti ya masimo. Ho loka ho tla beha tholwana ya kgotso, ho loka ho tswale kgutso le letshepa kamehla. Tjhaba sa ka se tla phela naheng e nang le kgotso, se dule malapeng a sireletsehileng, bakeng tsa phomolo tse hlokang matshwenyeho. Leha fako se ka ruthutha moru wa healla, motse wa heletswa kahohle, wa batalla, lona le tla ba lehlohonolo haholo, le jale peo ya lona mabopong a dinokana tsohle, pholo le tonki tsa lona di kgaphelwe sekwai. O madimabe hakaakang, wena motimetsi, wena o esong ho ka o timetswa! O madimabe hakaakang, wena lehlabaphiyo, wena o esong ho ka e ekwa! Ha o qeta ho timetsa, wena o tla timetswa, ha o kgaotsa ho eka, wena ba tla o eka. Oho, Morena, ako re hauhele, rona ba o tshepileng! Hoseng ho hong le ho hong o re matlafatse, o re pholose nakong ya ditsietsi. Ha tolo la hao le thwathwaretsa, tjhaba di a baleha, ha o phahama, tjhaba di a phasalla. Lona ditjhaba, kgapo ya lona e jelwe sa bookgolane ha bo kumola, banna ba e tsholohela sa boiyane ba ditsie. Morena o phahame, hobane o ahile hodimo, o entse hore toka le ho loka di be teng Sione. Morena e tla ba motheo wa nnete, e be motheo mehleng ya lona, e be sesiu sa pholoho le bohlale le tsebo; ho tshaba Morena ke lona letlotlo la lona. Bonang, bahale ba a bokolla, ba bokolla hara diterata, maqosa a kgotso a lla sa mmokotsane. Mmila e meholo e setse e le feela, ditseleng le teng batsamai ha ba sa bonwa, selekane se senyehile, metse e nyedisitswe, ha ho sa le le ya hlomphehang. Naha e omeletse, e ponne, Lebanone e swabile, e a pona, Sharone e fetohile lehwatata, Bashane le Karamele di hlohloreha mahaba. “Jwale ke tla ema,” ho rialo Morena; “jwale ke tla tuma, jwale ke tla phahama. Le emotse mmoko, le tla tswala ditlhaka, ho phefumoloha ha lona ke mollo o tla le timetsa. Ditjhaba di tla tjha jwaloka kalaka, di tjhe jwaloka fate tsa leoka tse remilweng.” Lona ba hole, utlwang seo ke se entseng, lona ba haufi, ananelang matla a ka. Baetsadibe ba Sione ba tshwerwe ke tshabo, ba kgopo bona ba a thothomela: “Ke mang ho rona ya ka phelang mollong o timetsang? Ke mang ho rona ya ka phelang malakabeng a kamehla yohle?” Motho ya metsamao e lokileng, ya puo di ntle, ya hloileng ho rua ka mahahapa, ya sa amoheleng tjotjo, ya sa mameleng merero ya ho bolaya, ya thibelang mahlo a hae hore a se bone bobe; ke yena ya tla phela bakeng tse phahameng, eo setshabelo sa hae e tla ba qhobosheane e thabeng. Dijo o tla di fuwa, a ke ke a hloka metsi. Mahlo a lona a tla bona kgosi e kgabile, le bone le naha e nametseng hole. Pelong ya hao o tla lohotha tsietsi tsa pele: “O kae ya neng a bala dithelo? O kae ya neng a bea tjhelete sekaleng? Se kae sehlwela se neng se bala ditora?” Tjhaba seo sa baikakasi o ke ke wa hlola o se bona, tjhaba seo puo ya sona e sa tsebahaleng, tjhaba sa mahwelea, seo puo ya sona e sa utlwahaleng. Tadimang Sione, motse wa mekete e halalelang, mahlo a lona a tla bona Jerusalema, leaho la kgotso, tente e ke keng ya thakgollwa, thakgisa tsa yona ha di ka ke tsa kgokgothollwa, thapo tsa yona ha di ka ke tsa kgaoha. Ke moo Morena a tla tlotleha ho rona, e tla ba baka sa dinoka tse batsi le melatswana. Ha ho kepe sa masokwana se tla feta teng, ha ho kepe se seholo se tla sesiswa teng. Morena ke yena moahlodi wa rona, Morena ke yena ya re beelang molao, Morena ke yena kgosi ya rona, Morena ke yena ya tla re pholosa. Thapo tsa sekepe sa hao di hlephile, ha di sa tiisa thupa e tshwereng diseile, diseile di se di sitwa ho thathalla. Kgapo e ngata e tla arolelanwa, esita le dihlotsa di tla fumana seabo. Ha ho moahi wa Sione ya tla re: “Ke a kula!” Dibe tsa baahi ba moo di tla tshwarelwa. Lona ditjhaba tsohle atamelang, le mamele, lona merabe sekehang tsebe! Lefatshe le tsohle tse ho lona, le tsohle tse tswang ho lona, le ke le mamele! Morena o halefetse ditjhaba tsohle, kgalefo ya hae e hodima mabotho wohle a tsona; o di timeditse kaofela ha tsona, o neelane ka tsona hore di bolawe. Ba bolailweng ba tla lahlelwa kantle, topong tsa bona ho tswe bodu se nkgang phu! Thaba di be di thelle, di thelle ke madi a bona. Naledi tsohle tsa lehodimo di tla nyamela, mahodimo a phuthwe sa ha ho phuthuwa lengolo; naledi tsohle di tla wela fatshe, di we sa mahaba a morara, sa mahaba a omeletse, sa feiye ha e hlohloreha sefateng. Sabole ya Morena e tswa lehodimong, bonang ke eo e theoha ho ahlola Edomo, tjhaba seo a rerileng ho se timetsa. Sabole ya Morena e kganathetse madi, mafura e a jele sa mpana-phatloha; e kganathetse madi a dikonyana le a dipodi, e kganathetse mafura a diphiyo tsa dipheleu. Morena o tla etsa sehlabelo, a se etse a le Bosera, Baedomo a ba bolaye, a ba etse mofela. Dinare di tla bolawa, di bolawe mmoho le bona, ho bolawe le dipohwana le poho tsa diqhashola. Naha ya bona e tla ba qhafutso ya madi, mobu wa bona o tshwetshwethe mafura. Morena o kgethile letsatsi la ho phetetsa, le selemo sa ho lefeletsa Sione. Metsi a noka tsa Edomo a tla fetoha boka, mobu wa yona o fetohe sebabole, naha e fetohe boka bo tukang malakabe! E ke ke ya tingwa motsheare le bosiu, mosi wa yona o tla foqoha kamehla yohle. Naha e tla ba nanaola ka mengwaha yohle, ha ho ya sa tla feta hara yona. Morubisi le sephookwana di tla hahela ho yona, makgohlo le lekgwaba di etse dihlaha ho yona. Modimo o tla e fetola letswatlare, e be feela, e hloke sebopeho jwaloka pele pele ho tlholeho ya dintho. Ha ho kgosi e tla busa naha eo, mahosana wohle a yona a tla fetoha lefeela. Matlo a bokgosi a tla mela meutlwa, qhobosheane di melelle bobatsi le hlabahlabane. naha eo e tla fetoha hae la diphokojwe, e be moo dimpshe di phelang teng. Batana tsa naha di tla kopana le makanyane, matsa a bitsane ka ho etsa lemeemee; phoofolo tsa bosiu di tla itlela moo, di itlele moo ho batla baka sa ho phomola. makgohlo o tla haha sehlaha teng, a behele a be a qhotse, madinyane a a sireletse ka mapheo a hae; matlaka le wona a tla kgobokanela moo, le letona ka leng le be le sethole sa lona. Fuputsa bukeng ya Morena, o bale: Ha ho le e nngwe ya tsona e tla ba siyo, ha ho le e nngwe ya tsona e tla hloka molekane. Ke molomo wa Morena o entseng taelo, ke Moya wa hae o tla di bokella. Morena o di abetse naha ka lotho, ka tsoho la hae o di fa ka ho lekana, di tla rua naha eo kamehla yohle, meloko ya tsona e phele ho yona ka ho hlahlamana. Lehwatata le letswatlare di tla thaba, lefeella le nyakalle, palesa di thunye. Hwatata le tla thunya haholo, le bine ka thabo, le fumane tlotla e kang ya Lebanone, botle e ke ba Karamele le ba Sharone; batho ba tla bona tlotla ya Morena, ba bone le botle ba Modimo wa rona. Matlafatsang matsoho a fokolang, le tiise le mangwele a rerekelang; ho ba pelo di tshohileng le re: “Matlafalang, le se ke la tshaba, bonang, Modimo wa lona o tla ho le phetetsa, Modimo ke yena ya tla otla dira tsa lona, Modimo o tla tla, a le pholose.” Mahlo a difofu a tla tutubollwa, ditsebe tsa bo-tutu di thibollwe; sehlotsa se tla tlola se tlole jwaloka kgama, leleme la semumu le bine ka thabo. Metsi a tla phorosela hara lefeella, melatswana e phalle hara lehwatata. Hlabathe le tjhesang le tla fetoha letsha, diba di kopotse mobung o ommeng. Moo e ne le dilao tsa diphokojwe ho tla mela jwang, le lehlaka, le lodi. Mmila o moholo o tla ba teng moo, o rewe lebitso la Tsela ya Kgalalelo. Baetsadibe ba ke ke ba tsamaya ka yona, e tla ba ya ba lokelang ho e tsamaya, ba ke ke ba lahleha leha e le dithoto. Tseleng tau e ke ke ya eba teng, batana se bohale se ke ke sa e tsamaya, ha ho le se seng se tla bonwa ho yona, balopollwa ke bona feela ba tla e tsamaya. Balopollwa ba Morena ba tla kgutla ka yona, ba kene Sione ba bina ka nyakallo, thabo ya kamehla e be mefaphahlooho ya bona, thabo le nyakallo di ba aperele, maswabi le masisipelo wona a ba tlohele. Ka selemo sa leshome le metso e mene sa puso ya kgosi Hesekiya, Saneheribe, kgosi ya Asiria, a futuhela metse yohle ya Juda e neng e haheleditswe, mme a e hapa. Jwale kgosi ya Asiria ya romela molaodi wa yona e moholo wa ntwa, le lebotho le leholo le tlohang Lakishe, ho ya futuhela kgosi Hesekiya a le Jerusalema. Eitse ha molaodi wa ntwa a fihla a emisa moseleng wa letshana le kahodimo, pele mmila o yang setsheng sa Mohlatswi wa Masela, yaba Eleakime, mora wa Hilekiya, eo e neng e le mookamedi wa lelapa la kgosi, le Shebena, eo e neng e le mongodi wa lekgotla, le Jowa, mora wa Asafo, eo e neng e le mongodi wa diketsahalo, ba a mo kgahlanyetsa. Molaodi wa ntwa a re ho bona: “Bolellang Hesekiya, le re ho yena: Kgosi e kgolo, kgosi ya Asiria, e bua tjena, e re: Ntshepedi ya ntshepe eo o nang le yona kgotodiyeng ke efe? O re o na le boeletsi le bonatla ntweng, empa polelo ena ke ya molomo feela. Ebe o tshepile mang ha o mphetohetse tjee? Bona mona, o tshepile Egepeta, e leng lere la lehlaka le peperaneng, le hlabang seatla sa motho ya itshetlehang ka lona. Faro, kgosi ya Egepeta, o jwalo ho bohle ba mo tshepileng. Empa haeba o re ho nna: “Re tshepile Morena Modimo wa rona,” na hase yena eo Hesekiya a heleditseng dibaka tsa hae tsa borapedi, le dialetare tsa hae, a ba a re ho baahi ba Juda le ba Jerusalema: “Le tla rapella kapele ho aletare ee?” “ Ka baka leo, ke o tswela kgomo: Etsa ditumellano le monga ka, kgosi ya Asiria, mme ke tla o nea dipere tse dikete tse pedi, haeba o na le ba ka di palamang. Haeba o tshepile hore Egepeta e tla o nea dikariki tsa ntwa le bapalami, ebe o ka tseba ho phekgola molaodi leha a le mong feela wa bahlanka ba eisehang ba monga ka? Na ke futuhetse naha ee, ho tla e timetsa, e se ka taelo ya Morena? Morena o ile a re ho nna: “Futuhela naha ena o e timetse!” ” Jwale bo-Eleakime le Shebena le Jowa ba re ho molaodi wa ntwa: “Re a o kopa: Ako bue Searame le bahlanka ba hao, hobane re a se tseba. O se ke wa bua Seheberu moo batho bana ba lerakong ba ntseng ba utlwa.” Empa molaodi wa ntwa a re ho bona: “Na monga ka o nthomme ho monga lona, le ho lona feela, ho tla bua mantswe aa? Tjhe, o nthomme le ho banna bano ba dutseng hodima lerako, ba tla ja masepa a bona, ba nwe le moroto wa bona, jwalokaha le lona le tla etsa jwalo.” Yaba molaodi wa ntwa o a ema, o howeletsa haholo ka puo ya Seheberu, o re: “Mamelang polelo ya kgosi e kgolo, kgosi ya Asiria! Kgosi e bua tjena: Le se ke la thetswa ke Hesekiya, hobane a ke ke a le pholosa. Le se ke la dumela ha Hesekiya a re le tshepe Morena, a re: Morena o tla fela a re namolele, le motse ona o ke ke wa newa kgosi ya Asiria. “Le se ke la mamela Hesekiya, hobane kgosi ya Asiria e bua tjena: Etsang selekane le nna, le ineele, ebe le tla ho nna. Motho ka mong o tla ja morara wa hae, motho ka mong a je feiye ya hae, motho ka mong a nwe le metsi a sediba sa hae, ho fihlela ke le isa naheng e kang ya lona, e leng naha e nang le koro le veine e ntjha; naha e nang le dijo le masimo a morara. “ Le se ke la kgeloswa ke Hesekiya ha a re: “Morena o tla re namolela.” Hara medimo ya ditjhaba tsee, na o teng o kileng wa lopolla naha ya wona matsohong a kgosi ya Asiria? E kae medimo ya Hamate le ya Arepade? E kae medimo ya Sefarafaime? Na e namoletse Samaria matsohong a ka? Ke modimo ofe, hara medimo ya dinaha tsee, o kileng wa lopolla naha ya wona matsohong a ka, hoo jwale le hopolang hore Morena o tla lopolla Jerusalema matsohong a ka? ” Empa setjhaba sa kgutsa tu! sa se ke sa mo araba, hobane taelo ya kgosi e ne e itse: “Le se ke la mo araba!” Jwale bo-Eleakime, mora wa Hilekiya, eo e neng e le mookamedi wa lelapa la kgosi, le Shebena, eo e neng e le mongodi wa lekgotla, le Jowa, mora wa Asafo, eo e neng e le mongodi wa diketsahalo, ba fihla ho Hesekiya, ba hahotse diaparo tsa bona, mme ba mo phetela dipolelo tsa molaodi wa ntwa. Ha kgosi Hesekiya a utlwa ditaba tsena a hahola diaparo tsa hae, a apara lesela le mahwashe, a kena ka Tempeleng ya Morena. Yaba o roma Eleakime, eo e neng e le mookamedi wa lelapa la hae, le Shebena, eo e neng e le mongodi, le baprista ba baholo, ba apere tse mahwashe. A ba roma ho moporofeta Esaya, mora wa Amose. Ba fihla ba re ho Esaya: “Hesekiya o bua tjena: Letsatsi lena ke la tsietsi, le la ho kgalemelwa, le la ho nyefolwa. Ke nako ya ho beleha bana, empa matla a ho beleha ha a yo. Mohlomong Morena Modimo wa hao, o tla utlwa mantswe a molaodi wa ntwa, eo monga hae, kgosi ya Asiria, a mo rommeng ho nyedisa Modimo ya phelang. Morena Modimo wa hao, o tla mo kgalemella dipolelo tseo a di utlwileng. Ka baka leo, rapella ba ntseng ba phela. ” Ha bahlanka ba kgosi Hesekiya ba fihla ho Esaya, yena a re ho bona: “Bolellang monga lona, le re: Morena o bua tjena: O se ke wa tshoswa ke mantswe ao o a utlwileng, ao balaodi ba mabotho a kgosi ya Asiria ba nnyefotseng ka wona. Kgosi eo e tla utlwa taba tsa bo-fuufu, e ferekane, ebe e kgutlela naheng ya yona, moo e tla bolaelwa teng ka sabole. ” Ha molaodi wa ntwa a utlwela hore kgosi ya Asiria e tlohile Lakishe, yaba o a kgutla, mme a fumana kgosi e futuhetse Lebena. Eitse ha kgosi ya Asiria e utlwa hore Tirehaka, kgosi ya Kushe, o a e futuhela, ya boela ya romela maqosa ho Hesekiya, ya re: “Le bolelle Hesekiya, kgosi ya Juda, le re: O se ke wa thetswa ke modimo wa hao, oo o o tshepileng, ha o re Jerusalema e ke ke ya hapuwa ke kgosi ya Asiria. O utlwile seo dikgosi tsa Asiria di se entseng dinaheng tsohle, ka ho di timetsa ho hang; jwale wena o tla phonyoha jwang? Na medimo ya ditjhaba tseo bo-ntataomoholo ba di timeditseng e ile ya di pholosa, e leng medimo ya Gosane, le Harane, le Resefe, le medimo ya setjhaba sa Edene, se neng se le Telasara? E kae kgosi ya Hamate le kgosi ya Arepade le kgosi ya motse wa Sefarafaime le ya Hena le ya Ifa?” Hesekiya a amohela lengolo leo a le neilweng ke maqosa ao, a le bala. Yaba o nyolohela ka Tempeleng ya Morena, o fihla a phutholla lengolo leo kapele ho Morena. A rapela Morena, a re: “Oho, Morena ya matla wohle, Modimo wa Iseraele, wena eo terone ya hao e leng pakeng tsa dikerubime, ke wena o le mong feela o leng Modimo wa mebuso yohle ya lefatshe; ke wena ya entseng lehodimo le lefatshe. Morena, ako sekehe tsebe ya hao, o mamele; Morena, ako tadime, o bone, mme o utlwe mantswe wohle ao Saneheribe a a rometseng ho nyedisa Modimo ya phelang. “Ke nnete, Morena, dikgosi tsa Asiria di timeditse ditjhaba tsohle le dinaha tsa tsona; di tjhesitse medimo ya ditjhaba tseo, hobane e ne e se medimo; e ne e le medimo eo batho ba iketseditseng yona ka lehong le ka majwe, ke kahoo e timeditsweng. Ka baka leo he, Morena Modimo wa rona, ke a o kopa: Ako re namolele matsohong a kgosi ya Asiria, hore mebuso yohle ya lefatshe e tle e tsebe hore ke wena Morena Modimo a le mong feela.” Yaba Esaya, mora wa Amose, o romela molaetsa ho Hesekiya, o re: “Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena: Ke utlwile thapelo ya hao malebana le Saneheribe, kgosi ya Asiria. Ka baka leo, Morena o buile mantswe ana malebana le Saneheribe: “Moradi wa Sione, wa morwetsana, o o nyedisitse, a o ja tlepane; Moradi wa Jerusalema o o thukuthela hlooho. O omantse mang, wa mo ja tlepane? Ke mang eo o ntseng o mo kgaruma? Ke mang eo o mo tlodisang mahlo hodimo? Ke Ya Halalelang wa Iseraele! Ka maqosa a hao o omantse Morena, wa re: Ka tshwele la kariki tsa ka, kariki tsa ka tsa ntwa, ke hlwele meqasa, ka ya fihla qhoweng tsa Lebanone; ka rema metsukutsuku ya kedare tsa teng, ka rema difate tse kgethehileng tsa moo; ka kenella harehare kgutlong tsa teng, ka kenella harehare mefidibithing. Ka tjheka didiba, ka nwa metsi a baditjhaba, maoto a ka a pshesa melatswana, melatswana yohle ya Egepeta. “Ha o eso utlwe hore di entswe ke nna kgalekgale? Ka di bopa mehleng ya boholoholo? Jwale, ke nna ya entseng hore o be teng, o tlo timetsa metse e haheleditsweng, e be masupi. Baahi ba tsona ba fellwa ke matla, ba tsieleha, ba tsherehana; ba ba jwaloka jwang ba naha, ba ba jwaloka semela se setalana, jwaloka hlethele sa jwang hodima ntlo, jwaloka koro e phutsang e eso tswale. “Feela ke tseba leaho la hao, ke tseba mesebetsi ya hao le ho mpurumela ha hao. Ke utlwile ho mpurumela ha hao le lerata la hao, kahoo ke tla kenya kgwathatha ka nkong ya hao, ke kenye le tomo ka hanong la hao, ke be ke o kgutlise le mehlala ya hao. “Sena e tla ba pontsho ho wena: “Monongwaha le tla ja matshwabodi, isao le je tse tswalwang ke dirite; ka sa boraro le tla jala le kotule, le hlome morara, le je tholwana tsa wona. Masalla a ntlo ya Juda a tla tsoha, ho hlahe tlobo le letjha, a anafale, Jerusalema ho tla ba le masalla, thabeng ya Sione ho be le ba phonyohileng, hona ho phethahatswa ke Morena, a ho phethahatse ka tjheseho. “Ka baka lena, Morena ha a bua ka kgosi ya Asiria, o re: “ Kgosi eo e ke ke ya kena, ya kena ho ona motse, e ke ke ya o fula ka metsu, kapa ya o futuhela e tshwere thebe, kapa ya o hahela marako a thibella. E tla kgutla le mehlala ya yona, e ke ke ya kena ho ona motse, ho rialo Morena. Motse ona ke tla o sireletsa, ke o pholose, ke o pholosetse nna le mohlanka wa ka Davida. ” Lengeloi la Morena la tswa, la ya diahelong tsa Baasiria, la bolaya Baasiria ba dikete tse lekgolo le mashome a robedi a metso e mehlano. Ha bosiu bo wela fatshe, kaofela ha bona ya be e se e le ditopo. Yaba Saneheribe, kgosi ya Asiria, o a kokotoloha, o kgutla le mehlala, o ya dula Ninife. Ka tsatsi le leng, ha a ntse a rapela, a le ka tempeleng ya Niseroke, modimo wa hae, bo-Adarameleke le Saresere, bara ba hae, ba mmolaya ka sabole. Ba balehela naheng ya Ararate, mme Asare-Hadone, mora wa hae, a mo hlahlama. Mehleng eo Hesekiya a kulela lefu. Yaba moporofeta Esaya, mora wa Amose, o fihla ho yena, o re: “Morena o bua tjena: Lokisa tsa lelapa la hao, hobane o tla shwa; o ke ke wa hlola o phela. ” Jwale Hesekiya a retelehela leboteng, a rapela Morena, a re: “Oho, Morena, ke a o kopa: Ako hopole kamoo ke o sebeleditseng kateng ka botshepehi, le ka pelo e se nang mano, mme ka etsa tse lokileng mahlong a hao.” Yaba Hesekiya o lla habohloko. Lentswe la Morena la fihla ho Esaya, la re: “Eya, o bolelle Hesekiya, o re: Morena Modimo wa ntataomoholo Davida, o bua tjena: Ke utlwile thapelo ya hao, mme ke bone meokgo ya hao. Ke tla eketsa ditshiu tsa hao ka dilemo tse leshome le metso e mehlano. Wena le ba motse ona, ke tla le namolela matsohong a kgosi ya Asiria. Motse ona ke tla o sireletsa. “ Pontsho ya hore Morena o tla phethisa seo a se buileng ke ena: Moriti wa letsatsi o hodima letlapa le supang nako, le entsweng ke Akase, ke tla o tjhetjhisetsa morao ka mehato e leshome. ” Yaba moriti o tjhetjhella morao ka mehato e leshome eo o neng o se o e tsamaile. Yare hoba Hesekiya, kgosi ya Juda, a fole, a ngola sefela sena, a re: “Ke ne ke itse: Ke tla falla ke sa le motjha, ke theohele kgorong ya Nqalo ya Bafu, hobane ke amohilwe lemo tsa bophelo ba ka, tse sa setseng.” Ka ba ka re: “Ha ke sa tla bona Morena fatsheng la ba phelang, le motho ha ke sa tla mmona hara baahi ba lefatshe. Leaho la ka le qhaqholotswe, le tlositswe ho nna, le qhaqholotswe jwaloka motebo wa modisana. Tshiu tsa ka di kgaotswe sa selohi se kgaola dikgwele, kgwele tse lohang lesela, tsa ba tsa kgaolwa jwalokaha tshwele e kgaolwa. Ka dinako tsohle ke ne ke re o tla ntimetsa. Ka sesa bosiu ke ntse ke lla ke bohloko, jwalokaha eka tau e nthoba masapo, ka dinako tsohle ke ne ke re o tla ntimetsa. Ka lla sa lefokotsane kapa sa moholodi, ka kuruetsa sa leebana-kgorwana. Mahlo a ka a kgathetse ke ho lelalela hodimo, Morena, ke ditlallong, tloo, o tlo nthusa.” Empa jwale ke tla reng? O buile ho nna, sena se entswe ke yena, ke tla ikokobetsa ka lemo tsohle ha ke ntse ke phela, le hoja pelo ya ka yona e le bohloko. “Morena, batho ba phela hara tse jwalo, moya wa ka le wona o matlafatswa ke tsona; aku mpuseletse bophelo, ke tle ke phele. Bohloko ba pelo ya ka bo fetohile pholoho, rato la hao le mphemisitse lemena la timelo, o furaletse dibe tsohle tsa ka. Nqalo ya Bafu e ke ke ya o rorisa, lefu le ke ke la o binela pina, ba theohelang lebitleng ha ba ka ke ba o tshepa. Ke ya phelang, ya phelang feela, ya ka o rorisang jwaloka nna. Ntata bana o ba ruta tsa botshepehi ba hao. Morena ke yena ya tla mpholosa; ka matsatsi wohle a ho phela ha rona, re tla mminela ka diletsa tse nang le dikgwele, re mminele re le ka Tempeleng ya hae.” Yaba Esaya o re: “Tlisang polokwana ya mangangajane a feiye, le e tlamelle hodima lethopa, mme o tla fola.” Hesekiya a botsa, a re: “Pontsho ya hore ke tla nyolohela Tempeleng ya Morena e tla ba efe?” Ka yona nako eo, Merodake-Baladane, mora wa Baladane, kgosi ya Babilona, a romela mangolo le dimpho ho Hesekiya, hobane o ne a ile a utlwela tsa ho kula ha hae le ho fola ha hae. Hesekiya a thabela ditaba tsa maqosa, mme a a bontsha matlotlo a ntlo ya hae. A a bontsha silefera le kgauta le dinoko le ditlolo tsa bohlokwa, le ntlo ya hae ya dihlomo le tsohle tse ka matloleng a hae. Ha ho a ka ha eba le letho le ka tlung ya hae, le mmusong wa hae, leo Hesekiya a sa kang a a bontsha lona. Yaba moporofeta Esaya o fihla ho kgosi Hesekiya, o re ho yena: “Banna baa ba itseng? Ba itse ba tswa kae?” Hesekiya a araba, a re: “Ba tlile ho nna ba etswa naheng e hole, Babilona.” Moporofeta Esaya a re: “Ba bone eng ka tlung ya hao?” Hesekiya a araba, a re: “Ba bone tsohle tse ka tlung ya ka. Ha ho letho ka matloleng a ka leo ke sa ba bontshang lona.” Yaba Esaya o re ho Hesekiya: “Mamela lentswe la Morena ya matla wohle: Mehla e a tla eo ka yona tsohle tse ka tlung ya hao, le tsohle tseo bo-ntatao ba di bolokileng ho fihlela jwale, di tla iswa Babilona. Ha ho letho le tla sala, ho rialo Morena. Ba bang ba bara ba hao, ba tla tswalwa ke wena, ba tla thopuwa, e yo ba bahlanka ka tlung ya kgosi ya Babilona.” Yaba Hesekiya o re ho Esaya: “Lentswe la Morena, leo o le boletseng, le lokile.” Ka pelong ya hae o ne a re: “Mehleng ya ka re tla phela ka kgotso, re sireletsehile.” “Tshedisang setjhaba sa ka, se tshediseng,” ho rialo Morena. Kgothatsang Jerusalema ka lerato, e bolelleng: Bokgoba ba yona bo fedile, sebe sa yona se tshwaretswe, Morena o e otletse sona haholo. Lentswe la ya howang, le re: “Lokisang mmila wa Morena, le o lokise felleng, le otlollele Modimo wa rona mmila lehwatateng. Dikgohlo tsohle di tla katwa, dithaba le maralla di bothalatswe, le tsona ditutudu di bothalatswe, baka tse makukuno di batalatswe. Tlotla ya Morena e tla bonahatswa, batho bohle ba tla e boha ba le mmoho, hoba Morena o boletse jwalo.” Lentswe le ile la re: “Howa!” Yaba nna ke re: “Ke tla howa ke reng?” Ere: “Batho bohle ba jwaloka jwang, tlotla ya bona e ka ya palesa tsa naha. Jwang bo a pona, palesa di foforehe, ha moya wa Morena o fokela ho tsona. Ruri batho ba jwaloka jwang. Jwang bo a pona, palesa di foforehe, empa ntswe la Modimo wa rona le hlola kamehla.” Wena Sione, ya tlisang molaetsa o molemo, nyolohela thabeng e phahameng. Wena Jerusalema, ya tlisang molaetsa o molemo, howeletsa haholo o se na tshabo. Bolella metse ya Juda, o re: “Bonang, Modimo wa lona ke enwa!” Bonang, Morena Modimo o tla e le Ya Matla, o tla busa ka letsoho la hae. Bonang, o tla le moputso wa hae, phetetso ya hae e mo eteletse pele. O katla mohlape wa hae jwaloka modisa, dikonyana o di sika ka matsoho a hae, a di sikele sefubeng sa hae, ditswetse tsona a di kganne hantle. Ya kila metha metsi a lewatle ke mang, a a metha ka seatla sa hae? Ya kila seha moedi wa mahodimo ke mang, a o seha ka seatla sa hae? Ya kila kga role la lefatshe ka sethoto ke mang? Ya kila bea dithaba le maralla, a di bea sekaleng, ke mang? Ya kila ruta Moya wa Morena ke mang? Ya kila mo ruta e le moeletsi wa hae ke mang? Morena o kopile mang hore a mo eletse? Ho ahlola ka toka a ho rutwa ke mang? Tsebo yona a e rutwa ke mang? Tsela ya kutlwisiso a e bontshwa ke mang? Ruri tjhaba di ka lerothodi rothodi la metsi ka nkgong, di ka lerolenyana ha le le sekaleng; ho yena boima ba dihlekehleke bo ka lerolenyana. Fate tsa Lebanone ha di lekane ho besa, ho besa mollo aletareng, phoofolo tsa teng ha di lekane ho etsa setjheso. Tjhaba tsohle ke lefeela ho yena, o di tadima e le mafeela a se nang thuso. Jwale Modimo le ka mo lekanya le mang? Hona le ka re o tshwana le mang? Setsebi se etsa setshwantsho sa modimo wa bohata, ebe lelala le se maneha kgauta, le se etsetse ketane tsa silefera. Mofutsana ya sitwang ho etsa nyehelo e jwalo, o kgetha sefate se ke keng sa ba sa bola; a batle setsebihadi sa mohlalefi ho mo etsetsa setshwantsho sa modimo wa bohata, se ke keng sa wa. Na ha le tsebe, kapa ha le eso utlwe? Ha le a ka la tsebiswa ho tloha tshimolohong? Ha le eso utlwisise haesale lefatshe le thewa? Modimo o dutse teroneng kahodima lefatshe, baahi ba lona ba tshwana le mehlwanyane. Mahodimo o a sarolotse jwalokaha eka ke lesira, a a ala sa tente eo ho phelwang ho yona. Mahosana o a etsa mafeelafeelane, babusi ba fatshe lena a ba fetole lefeela. Ba jwaloka sethopo se qetang ho hlongwa, seo metso ya sona e eso ka e tiya; ha moya wa Modimo o foka se ye se pone, setsokotsane se se fefole jwalokaha eka ke mmoko. “Jwale le ka ntekanya le mang? La re thaka ka yena ke mang?” ho rialo Ya Halalelang. Lelalang, le tadime mahodimo: Tseo le di bonang di bopilwe ke mang? Ke ya balang naledi tsa lehodimo a di bale ka bomong, lebotho ka leng a le bitse ka lebitso la lona? Ka baka la matla a hae a maholo, le ka baka la bonatla ba hae, ha ho le le leng le lahlehang. Wena Jakobo, o leng Iseraele, ke hobaneng ha o bua, o re: “Metsamao ya ka Morena ha a e tsebe, Modimo wa ka ha a natse tokelo ya ka?” Na ha le tsebe, kapa ha le eso utlwe? Morena ke Modimo wa kamehla yohle, ke yena Mmopi wa lefatshe lohle. A ke ke a kgathala kapa a tepella, mehopolo ya hae e ke ke be ya fihlelwa. O matlafatsa ba tepeletseng, ba kgathetseng o ba tsosa molota. Batjha ba a kgathala, mme ba tepelle, bahlankana ba kgothometsehe, ba be ba we; empa ba tshepileng Morena ba tla tsoha molota, ba fofele hodimo jwaloka ntsu; ba tla matha, empa ba ke ke ba kgathala, ba tsamaye, ba se ke ba fellwa ke matla. “Lona dihlekehleke kgutsang kapele ho nna! Ditjhaba a di ke di imatlafatse! A di ke di atamele di bue, re kopaneng mmoho tulong sa kahlolo. “Ya tswang botjhabela o ila tliswa ke mang, yena ya hlolang hohle moo a yang teng? Ya mo neileng matla a ho hlola ditjhaba ke mang, hore a hatakele dikgosi tse mo emang kapele? O di fekefa ka sabole, a di fetole lerole, ka seqha sa hae a di fefole sa mmoko! O a di phaladisa, a tswe a se na mongwapo, a potlake hoo ekang le mobu ha sa o hata! Ya entseng hore tsee di etsahale ke mang? ya bitsitseng meloko ho tloha tshimolohong ke mang? Ke nna Morena, ebile ke nna wa ho qala, ke nna Morena ya tla ba le ba ho qetela.” Ba dihlekehlekeng ba ile ba bona, mme ba kenwa ke tshabo, ba pheletsong tsa lefatshe bona ba thothomela, yaba ba a tla, ba atamelana, motho ka mong o thusana le mohahabo, motho ka mong o re ho ngwanabo: “Matlafala!” Kahoo sebetli se kgothatsa lelala la kgauta, ya photlang ka noto o kgothatsa sefuthi, o re ho sona: “E kopane hantle!” O kgokgothela modimo wa bohata ka dipekere, e le hore o tiye, o se ke wa ketoha. “Empa wena Iseraele, o leng mohlanka wa ka, wena Jakobo, eo ke mo kgethileng, wena tloholo sa Aborahama, motswalle wa ka, ke o latile pheletsong tsa lefatshe, ka o bitsa o le qoleng tse hole tsa lona, ka re ho wena: O mohlanka wa ka, ke ikgethetse wena, ha kea o lahla. O se ke wa tshaba, hobane ke na le wena, o se tsielehe, hobane ke Modimo wa hao. Ke tla o matlafatsa, ke be ke o thuse, ke o tshehetse ka tsoho la ka le letona, ka tsoho le letona le etsang ho loka. “Batho bohle ba o halefelang ba tla tlontloloha, ba aparelwe ke dihlong; batho bohle ba lwantshanang le wena ba tla fetoha lefeela, ba be ba timele. Leha o ka tsoma dira tsa hao, ha o ka ke wa ba wa di fumana. Batho ba o futuhelang ka ntwa ba tla tshwana le lefeelafeelane, hoba ke nna Morena, Morena Modimo wa hao, ya utlang tsoho la hao le letona, ya reng: Se tshabe, nna ke tla o thusa. “O se ke wa tshaba, wena Jakobo, sebokonyana, wena Iseraele wa motwantwanyane; ke nna ya tla o thusa,” ho rialo Morena, Molopolli wa hao, Ya Halalelang wa Iseraele. “Bona, ke tla o etsa selei se phophothang, se setjha, se nang le meno e ntjhotjho. O tla thua dithaba, o di phophothe, maralla wona o a sile, a ke mmoko; tsena o tla di olosa, moya o di fefole, sefefo se matla se di hasanye. Thabo ya hao e tla ba ho Morena, tlotla ya hao e be Ya Halalelang wa Iseraele. “Mafutsana le bahloki ba batla metsi, empa metsi ha ba a fumane, maleme a bona a omeletse ke lenyora. Empa nna Morena, ke tla ba araba, nna Modimo wa Iseraele, nke ke ka ba furalla. Ke tla phunya mehlodi ya dinoka, ke e phunye tutudung tsa lehlabathe, kahara dikgohlo didiba di phorosele. Lehwatata ke tla le fetola le tlale matsha, naha e omeletseng e runyarunye didiba. Ke tla medisa fate tsa dikedare lehwatateng, ke medise mositsane, mohlakola le mohlwaare; matswatlareng ke tla medisa fate tsa modutu, di mele hammoho le tsa phaene le kiperese. Batho ba tla bona tsena ba be ba tsebe, ba hlokomele, ba be ba utlwisise: Morena o entse tsena ka letsoho la hae, Ya Halalelang wa Iseraele o di hlodile.” “Ritelang nyewe ya lona, lona medingwana,” ho rialo Morena. “Bolelang mabaka a lona,” ho rialo Kgosi ya Jakobo. “Atamelang, le ke le bolele, le re bolelle tse tla etsahala. Re bolelleng hore na tsa kgalekgale ke dife, e le hore re tle re di nahane, re be re tsebe le pheletso ya tsona; kapa le re bolelle tse tla etsahala. Re tsebiseng tseo e leng hona di tla tla, re tle re tsebe hore efela le le medimo. Etsang tse ntle kapa le etse tse kgopo, re tle re bone, ebe re tlalwa ke tshabo. Bonang, ho hang lona ha le letho, mesebetsi ya lona ke mafeelafeelane; ya ikgethelang lona ke manyala! “Ke tsositse e mong leboya, mme ke enwa o a tla, ya tswang botjhabela o tla ipiletsa ho nna. O hatakela babusi jwaloka hoja e le seretse, jwaloka sebopi se kgoba letsopa. Ya boletseng tsee tshimolohong ke mang re tle re tsebe? Kapa a di bolela pele, re tle re re o ne a nepe? Ha ho ya kila di bolela, ha ho ya kila di senola, polelo tsa hae ha ho ya kila di utlwa! Ke nna wa pele ya boleletseng Sione: Bona, ako ba bone ke bao! Ka roma leqosa Jerusalema ho isa molaetsa o molemo. Ha ke tadima medingwana ha ke bone motho, kahara yona ha ho moeletsi, ha ho ya nkarabang ha ke e botsa. Bonang, medingwana eo ke ya bohata! Mesebetsi ya yona ke ya lefeela, medingwana ya bona ke lefeela le kang moya!” “Bonang, Mohlanka wa ka eo ke mo kgethileng, ke eo, mokgethwa wa ka ya nkgahlang; ke theoletse Moya wa ka, ka o theolela hodima hae, o tla tlisetsa ditjhaba toka. Ha a ka ke a howeletsa kapa a phahamisa lentswe, kapa a peroha hara diterata. Ha a ka ke a roba lehlaka le tenyetsehile, ha a ka ke a tima lebone, a le tima le taitsa. O tla ahlola bohle ka botshepehi. Ha a ka ke a thekesela kapa a nyahama pelo, ho fihlela a tsitsisa toka lefatsheng. Dihlekehleke di tla itshepela molao, di itshepele molao wa hae.” Morena Modimo o bua tjena, yena ya bopileng mahodimo a ba a a ala, ya phutholotseng lefatshe le tsohle tse ho lona, ya neang baahi ba lona moya o ba phedisang, le bophelo ho bohle ba phelang ho lona: “Nna Morena, ke o bitsitse hobane ke lokile; ke tla o utlwa ka letsoho, ke o boloke, ka wena ke etse selekane le baditjhaba, ka wena ke tlisetse baditjhaba lesedi. O tla tutubolla mahlo a difofu, o lokolle batshwaruwa, o ba lokolle ditjhankaneng, o lokolle ba dutseng lefifing la tjhankana. “Ke nna Morena, lena ke lona lebitso la ka! Nke ke be ka nea e mong tlotla ya ka, kapa medimo ya bohata tlotliso ya ka. Bonang, tsa pele di se di fetile, jwale ke le bolella tse ntjha; ke le phatlalletsa tsona di eso etsahale.” Binelang Morena sefela se setjha, mo tlotliseng ho tloha pheletsong tsa lefatshe, lona ba sesisang dikepe lewatleng, le dibopuwa tsohle tse phelang lewatleng, lona dihlekehleke, le bohle ba phelang ho tsona. Lehwatata le metse ya lona le ke le howe, metsana ya Bakedare e nyakalle. Baahi ba Sela ba bine ka thabo, ba howe ba le ditlhorong tsa dithaba. Ba ke ba tlotlise Morena, ba phatlalatse thoriso ya hae dihlekehlekeng. Morena o tla futuha jwaloka mohale ya matla, jwaloka mohlabani o tla tsosa tjheseho ya hae; o tla howa, a hlabe mokgosi wa ntwa, dira tsa hae le tsona a di ripitle. “Ke kgale ke kgutsitse, ke thotse, ke itshwere, empa jwaloka mosadi ya bohlokong ba pelehi ke tla howeletsa ke bipetsane, ke fehelwa. Ke tla thua dithaba le maralla, ke omeletse dimela tsohle, dimela tsohle tse ho wona; dinoka ke tla di fetola, ke di fetole dihlekehleke, matsha le wona ke a pshese. Ke tla tsamaisa difofu ka tsela eo di sa e tsebeng, ke di tataise tseleng eo di sa e tlwaelang; lefifi ke tla le fetola lesedi kapele ho tsona, ke batalatse baka tse makukuno. Tsena ke ntho tseo ke tla di etsa, mme ha nka ke ka tlohela ho di etsa. Empa ba tshepang medimo ya bohata, ba reng ho yona: Le medimo ya rona, ba tla kgutliswa ba hlabilwe ke dihlong.” “Mamelang, lona bo-tsebetutu! Tadimang le bone, lona difofu! Sefofu ke mang haese mohlanka wa ka, kapa ya tsebetutu jwaloka moromuwa wa ka? Ke mang ya foufetseng jwaloka ya ikabetseng nna, ya foufetseng jwaloka mohlanka wa Morena? O bone ntho tse ngata, empa ha o di ele hloko; tsebe tsa hao di lethwethwe, empa ha o utlwe letho.” Ho kgahlile Morena ka baka la ho loka ha hae, hore Molao wa hae o be moholo, o tlotlehe. Empa tjhaba sena se senyeditswe, sa utswetswa, batho bohle ba wetse ka mameneng, ba patilwe ditjhankaneng; batho bohle ba fetohile lelobelo, ha ho le ya mong ya ba pholosang, ba senyeditswe, ha ho ya reng: “Ba buseletseng!” Ke mang wa lona ya tla mamela tsee, eo ho tloha jwale a tla di sekehela tsebe? Ya neelaneng ka Jakobo hore e be lelobelo ke mang? Ya neelaneng ka Iseraele ho basenyi ba hae ke mang? Na hase Morena eo re mo sitetsweng? Ha ba a ka ba rata ho tsamaya ka tsela tsa hae, ha ba a ka ba rata ho mamela Molao wa hae. Kahoo o hlatsitse kgalefo ya hae, a e hlatsetsa hodima bona, a hlatsa le bohale ba ntwa, a bo hlatsetsa hodima bona. Kgalefo ya ba aparela ka malakabe, empa ba se ke ba utlwisisa letho, ya ba tlabola, empa ba se ke ba e natsa. Empa jwale, ke sena seo Morena a se bolelang, yena ya o bopileng, wena Jakobo, yena ya o entseng, wena Iseraele: “O se ke wa tshaba, hobane ke o lopolotse; ke o bitsitse ka lebitso, ke o bitsitse, o wa ka. Ha o tshela hara madiba ke tla ba le wena; ha o tshela dinoka ha di ka ke tsa o nka. Ha o tsamaya hara mollo ha o ka ke wa tjha, malakabe ha a ka ke a o tjhesa. Ke nna Morena Modimo wa hao, Ya Halalelang wa Iseraele, Mopholosi wa hao; ke fana ka Egepeta hore ke o lopolle, ke fana ka Kushe le Seba bakeng sa hao. Kaha o bile ntho ya bohlokwa, o hlompheha mahlong a ka, hobane ke o rata, ke tla fana ka batho bakeng sa hao, ke fane ka ditjhaba bakeng sa bophelo ba hao. O se ke wa tshaba, hobane ke na le wena; ditloholo tsa hao ke tla di lata botjhabela, ke o bokelle o etswa bophirimela. Ho batho ba ka leboya ke tla re: Neelanang ka bona! Ho ba ka borwa ke re: Le se ke la hana ka bona! Kgutlisang bara ba ka ba etswa hole, le baradi ba ka ba dipheletsong tsa lefatshe, e leng bohle ba ipitsang ka lebitso la ka, bao ke ba bopileng hore ba ntlotlise, bao ke ba bopileng ka ba ka ba etsa.” Tlisang ba foufetseng empa ba ena le mahlo, bao e leng ditholo empa ba ena le ditsebe. Matjhaba wohle a phutheha hammoho, ditjhaba le tsona di a kgobokana; ke mang hara tsona ya boletseng tsee, a ba re bolella tsa kgalekgale? A ba ke ba tlise dipaki tsa bona mona, di tle di pake hore ba nepile, e le hore di ba utlwe, di re: “Ke nnete!” “Wena Iseraele, o paki ya ka,” ho rialo Morena, “o mohlanka wa ka eo ke mo kgethileng, o tle o tsebe, o dumele ho nna, mme o utlwisise hore ke nna Modimo. Ha ho modimo o bopilweng pele ho nna, kapa ha eba le o mong kamorao ho nna. “Nna, nna ke inotshi, ke Morena, kantle ho nna ha ho Mopholosi. Ke nna ya senotseng, ka pholosa, ka phatlalatsa, ke nna, e seng modimo o mong osele o hara lona. Lona le paki tsa ka hore ke nna Modimo,” ho rialo Morena. “E, haesale ke le yena ho tloha mehleng ya kgale, ha ho ya ka pholosang se ka seatleng sa ka. Seo ke se etsang se ka etsollwa ke mang?” Morena, Mopholosi wa hao, Ya Halalelang wa Iseraele, o bua tjena: “Ka baka la lona ke tla otla Babilona, babalehi bohle ba Bakalatiya ke ba theole, ke ba theole ba balehele dikepeng, dikepeng tseo ba neng ba ikgantsha ka tsona. Ke nna Morena, Ya Halalelang wa lona, Mmopi wa Iseraele, Kgosi ya lona.” Morena o bua tjena, yena ya phuntseng tsela lewatleng, a seha mmila hara metsi a befileng; ya ntshitseng dipere le kariki tsa ntwa, a ntsha mabotho le mekgahlelo ya wona, mabotho a rapalla moo, a rapallela ruri, a fediswa seka lebone le tingwa: “Lebalang tsa kgalekgale, tse fetileng le se ke la di nahana. Bonang, ke etsa ntho e ntjha! Ke ena e mela, na ha le e bone? Ke phunya tsela hara lehwatata, le dinoka naheng e omeletseng. Phoofolo tse hlaha di a ntlhompha, diphokojwe le dimpshe di a nthorisa, hobane didiba ke di tjheka lehwatateng, dinoka di phalle naheng e omeletseng, ho nyorolla tjhaba sa ka, bakgethwa ba ka. Setjhaba seo ke ipopetseng sona, se tla ntumisa ka dithoko.” “Empa ha o a ipiletsa ho nna, wena Jakobo, ha o a ikgathatsa ka nna, wena Iseraele. Ha o a ntlisetsa konyana tsa setjheso, leha e le ho ntlhompha ka mahlabelo a hao. Ha ke a ka ka o imetsa ka ho batla nyehelo tsa dijo, kapa ka o kgathatsa ka ho o kopa mokubetso. Ha o a nthekela hlaka le monko o monate, kapa wa nthabisa ka mafura a mahlabelo a hao. Empa o nkimeditse ka dibe tsa hao, wa ntena ka makgopo a hao. Nna, nna ke inotshi, ke hlakola ditshito tsa hao, ke di hlakola ka baka la ka, ha ke sa hlola ke hopola dibe tsa hao. “Ako nkgopotse tse fetileng, re phehisane kgang ka tsona; bolela kamoo o hlokang molato kateng. Ntataomoholo o ne a etse sebe, babuelli ba hao ba mphetohela, kahoo ke tla tlontlolla baokamedi ba tempele ya hao, Jakobo yena ke mo abele timelo, Iseraele yena a nyedisehe.” “Jwale mamela, wena Jakobo, mohlanka wa ka, wena Iseraele eo ke mo kgethileng. Morena, yena ya o bopileng, ya o entseng o sa le popelong, ya tla o thusa, o bua tjena: Se tshabe, wena Jakobo, mohlanka wa ka, le wena Jeshurune eo ke mo kgethileng. “Ke tla nesetsa pula naheng e omeletseng, ke phallise melatswana mobung o omeletseng; ke tla theolela Moya wa ka hodima ditloholo tsa hao, ke theolele mahlohonolo a ka hodima tsona. Di tla mela hara jwang bo botalana, jwaloka fate tsa moduwane lebopong la noka. E mong o tla re: Nna ke wa Morena; e mong yena a ipitse ka lebitso la Jakobo, wa boraro a ngole, a ngole ka letsoho la hae a re: Nna ke wa Morena! ebe o ipitsa ka lebitso la Iseraele.” “Morena, Kgosi ya Iseraele le Molopolli, Morena wa mabotho o bua tjena: Ke nna wa pele le wa ho qetela, kantle ho nna ha ho na Modimo. Ya tshwanang le nna ke mang? Ha a ke a phatlalatse! A ke a bolele kapele ho nna se etsahetseng haesale ke thea tjhaba sa ka kgalekgale, a bolele le tse tlang ho etsahala. E, a ke a senole tse tlang ho tla. O se ke wa thothomela, o se ke wa tshaba. Na ha ke a ka ka bolela hoo, ka ho senola kgalekgale? Lona le dipaki tsa ka; na ho teng Modimo e mong kantle ho nna? Tjhe, ha ho Lefika le leng, ha ke tsebe le le leng! ” Bohle ba etsang medimo ya bohata ke lefeela, medimo eo ba e ratang ke mafeelafeelane. Ba ka e buellang ba foufetse; ha ba bone, ha ba tsebe hore ba tla tlontloloha. Ya etsang modimo wa bohata, kapa ya bopang setshwantsho, yena o sebeletsa lelea. Ba e kgumamelang ba tla tlontloloha, ba e etsang hase letho ke batho feela. A ba ke ba tle kaofela, ba phehe kgang le nna; ba tla kenwa ke tshabo, ba tlontlolohe. Lelala le nka tshepe le e bese mollong, le e kgobe ka hamore, le bope modimo wa bohata, le e kgobe ka tsoho la lona le sefutho, ho fihlela le lapa, le fellwa ke matla, metsi le sa a nwe, le be le kgathale. Sebetli sa lehong se lekanya ka kgwele ya sona, se tshwaye moralo wa modingwana ka pene, se sebedise phalo ho betla lehong, ebe se le tshwaya ka ho methang. Jwale ebe se a betla, se etsa tshwantsho sa motho, tshwantsho sa motho ya kgahlehang haholo, se tla bewa ka tlung. Motho o rema fate tsa dikedare, kapa a reme tsa kiperese le tsa eike, a reme le fate tse teng kahara moru, a hlome feiye, pula e e nwesetse; ke patsi eo motho a besang mollo ka yona; e nngwe ya yona o ikomosa ka yona, a bese mollo ho pheha bohobe. O betla le modingwana ka yona, a o kgumamele, a etse modimo wa bohata, a o obamele. Ka patsi e nngwe o besa mollo, a phehe dijo tsa hae ho wona, a bese nama, a e je, a be a kgore. Mollong oo o ye a ikomose, a re: “A! ke futhumetse, ke orile mollo!” Ka e setseng o betla modimo wa bohata, modingwana wa hae a o obamele, a o kgumamele, a o rapele, a re ho wona: “Ako mpholose, o modimo wa ka!” Medingwana ha e na tsebo, ha e na kutlwisiso, mahlo a yona a netilwe, ha e bone letho, kelello di kwalehile, ha e utlwisise letho. Ha ho ya keng a inahane, ha ho ya nang le tsebo kapa kutlwisiso ya ho re: “Ke besitse mollo ka patsi e nngwe, ka pheha bohobe ka mashala a yona, ka besa le nama ka ba ka e ja. Na nka etsa modingwana ka patsi e setseng? Na nka obamela sekoqo sa patsi?” Kgopolo e jwalo e ka ho itjella molora, pelo e thetsehileng e ya mo kgelosa, a ke ke a ipholosa, kapa a re: “Ho ka tsohong la ka le letona na hase thetso?” “Hopola ntho tsena, wena Jakobo, wena Iseraele, hobane o mohlanka wa ka; ke o bopile, o mohlanka wa ka, wena Iseraele, ha nka ke ka o lebala. Ke hlakotse tshito tsa hao jwaloka leru, ka hlakola dibe tsa hao jwaloka mohodi, kgutlela ho nna, hobane ke o lopolotse.” Binang ka nyakallo, lona mahodimo, hobane tsena Morena o di entse; howeletsang lona dikgohlo tsa lefatshe, lona dithaba binang haholo, le lona meru le fate tsohle tse ho lona, hobane Morena o lopolotse Jakobo, o bonahaditse tlotla ya hae, a e bonahatsa ka Iseraele. Morena, Molopolli wa hao, yena ya o entseng o sa le popelong, o bua tjena: “Ke nna Morena ya entseng dintho tsohle, ya adileng mahodimo ke le inotshi, ya phutholotseng lefatshe ke le inotshi. Ke nna ya nyopisang dipontsho tsa baporofeta ba bohata, ya fetolang dinohe e be dithoto, ya nyopisang tsebo ya bahlalefi, a e fetole lefeelafeelane. Ke nna ya phethahatsang polelo tsa mohlanka wa ka, ya phethisang merero ya baromuwa ba ka, ya reng ho Jerusalema: O tla ba le baahi! ya reng ho metse ya Juda: Le tla hahuwa! ho dithako tsa yona: Ke tla le tsosa! Ke nna ya reng ho madiba: Pshang! Dinoka tsa lona ke tla di pshesa! Ke nna ya reng ho Siruse: O modisana wa ka, o tla phetha tsohle tseo ke di ratang; o tla re thako tsa Jerusalema di tsoswe, o re metheo ya Tempele e ralwe. ” “Morena o bua tjena ho motlotsuwa wa hae, e leng Siruse eo ke utlileng tsoho la hae le letona, hore a kokobetse tjhaba tse kapele ho yena. Nna ke tla amoha dikgosi matla a ho lwana, ke bule mamati a kapele ho yena, menyako ya wona e se hlole e kwalwa. Ke tla o etella pele, ke batalatse dithaba, menyako ya lethose ke e thuake, mekwallo ya tshepe ke e robake. Ke tla o nea matlotlo a patilweng hara mafifi, maruo a patilweng dikgotjheletsaneng, o tle o tsebe hore ke nna Morena, Modimo wa Iseraele, ya o bitsang ka lebitso. Ka baka la Jakobo, mohlanka wa ka, ka baka la Iseraele, mokgethwa wa ka, ke o bitsitse ka lebitso la hao, ka o rea bitso le hlomphehang leha o sa ka ntseba. “Ke nna Morena, ha ho na e mong, kantle ho nna ha ho na Modimo. Ke tla o matlafatsa, le hoja o sa ntsebe, e le hore ho tloha botjhabela ho ya bophirimela tjhaba di tsebe hore ha ho e mong kantle ho nna. Ke nna Morena, ha ho na e mong. Ke etsa lesedi, ke etsa lefifi, ke a pholosa ke be ke timetse, nna Morena, tsena tsohle ke a di etsa. “Lona mahodimo theolelang toka lefatsheng, maru a ke a nesetse lefatshe, a le nesetse ho loka, lefatshe le tle le itsibole, ho tle ho hlahe tholwana tsa pholoho, toka e hole hammoho le tsona; nna Morena, tsena di entswe ke nna.” “Ho madimabe ya tsekisanang le Mmopi wa hae, yena e leng lengetana hara mangetana! Na letsopa le ka re ho sebopi sa lona: O etsang? Na mosebetsi wa hao o ka re: Ha o na tsebo? Ho madimabe ya reng ho ntatae: O tswetseng? Kapa ya reng ho mmae: O belehileng?>*** “Morena, Ya Halalelang wa Iseraele, Mmopi wa hao o bua tjena: Na o ka mpotsa tse tla etsahala ho bana ba ka? Kapa wa ntaela mabapa le mosebetsi wa matsoho a ka? Ke entse lefatshe ka ba ka le bopela motho, esita le mahodimo ka a ala ka matsoho a ka, le dinaledi tsohle tsa lehodimo di laelwa ke nna. Ka ho loka ha ka ke susumeditse Siruse, tsela tsa hae tsohle di tla otlollwa ke nna. O tla tsosa marako a motse wa ka, a be a lokolle bathopuwa ba ka, a ba lokolle ntle ho theko kapa moputso,” ho rialo Morena wa mabotho. Morena o bua tjena: “Matlotlo a Egepeta le thepa ya kgwebo ya Kushe, le banna ba diqhobane ba naha ya Sheba, ba tla ineela ho wena e be ba hao; ba hulane kamora hao ba tlanngwe ka mahlaahlela. Ba tla o obamela, ba o rapele, ba re: Ruri Modimo o na le wena, ha ho Modimo e mong ntle ho yena. ” Ruri o Modimo ya ipatileng, wena Mopholosi, Modimo wa Iseraele. Bohle ba etsang medimo ya bohata ba tla hlajwa ke dihlong, ba tlontlolohe, ba ferekane kaofela ha bona. Empa Iseraele o tla pholoswa ke Morena, a mo pholose ka pholoho ya mehla yohle, le ka mohla a ke ke a hlajwa ke dihlong, kapa a tlontloloha kamehla yohle. Morena, Mmopi wa mahodimo, yena Modimo ya bopileng lefatshe, a le etsa, yena ya ileng a le tsitsisa, yena ya sa kang a le bopela lefeela, ya le bopetseng hore ho phelwe ho lona, o bua tjena: “Ke nna Morena, ha ho na e mong. Ha ke a bua sephiring, kgotjheletsaneng tse lefifi, ha ke a ka ka re ho ditloholo tsa Jakobo: Mpatleleng lelea. Nna Morena, ke bua ho lokileng, nna ke bolela tse nepahetseng.” “Kgobokanang, le tle, le atameleng mmoho, lona ba phonyohileng ho baditjhaba, dithoto ting! le tsamayang le jere, le jere medimo ya bohata, ya lehong, lona ba rapelang medimo e ke keng ya le pholosa. Atamelang le bolele taba tsa lona, tlisang medimo ya lona e eletsane. Ke mang ya boletseng see e sa le kgale? Ke mang ya se phatlaladitseng mehleng e fetileng? Na e ne e se nna Morena? Ha ho modimo e mong kantle ho nna, Modimo ya lokileng le Mopholosi; ha ho e mong haese nna feela. “Sokolohelang ho nna, le tle le pholohe, lona dipheletso tsohle tsa lefatshe; ke nna Modimo, ha ho na e mong. Ke hlapantse ka nna, molomo wa ka o buile ka ho loka, lentswe la ka le ke ke la fetohelwa. Mangwele wohle a tla nkgumamela, maleme wohle le wona a ikane ka nna. “Batho bohle ba tla bua ka nna, ba re: Ho loka le matla di ho Morena a inotshi. Bohle ba ileng ba mo halefela, ba tla tla ho yena, ba hlabiswe dihlong. Empa ho Morena ditloholo tsohle tsa Iseraele di tla fumanwa di lokile, mme di nyakalle.” Bele o a ketoha, Nebo o kgatheng la ho wa, medingwana ya bona e bofilwe hodima dipelesa. Medingwana eo e bofilweng e boima, e imela dipelesa tse kgathetseng. E kgatheng la ho wa, e ketoha hammoho, e sitwa ho ithola morwalo, medingwana eo le yona e ya bothopuweng. “Mmameleng lona ba ntlo ya Jakobo, lona masalla wohle a ntlo ya Iseraele, lona bao ke le sikileng ho tloha mohla le tswalwang, lona bao ke le pepileng ho tloha mohla le tswalwang. Ho fihlela boqhekung ba lona ha ke eso fetohe, ke tla nne ke le pepe ho fihlela le eba bo-raputswe. Ke nna ya le bopileng, mme ke tla nne ke le sike, ke tla nne ke le pepe, ke le namolele. “Jwale le tla ntekanya le mang, le nketse thaka ya hae? Le tla ntekanya le mang hore ke tle ke tshwane le yena? Ba bang ba ntsha kgauta ka mekotleng ya bona, ebe ba bea silefera sekaleng, ba hira lelala la kgauta ho etsa setshwantsho, tshwantsho sa modimo wa bohata, ba se obamele, ba se kgumamele. Ba a se nka, ba se jare ka mahetla a bona, ba se bee tulong tsa sona, se eme teng; moo se emeng teng se ke ke sa sisinyeha. Leha motho a ka ipiletsa ho sona ha se mo arabe, leha e le hona ho mo pholosa tsietseng ya hae. “Hopolang taba ena, e tsitse kelellong tsa lona, le nne le e hopole, lona bakwenehi. Hopolang taba tsa boholoholo taba tsa kgale, ke nna Modimo, ha ho na e mong; ke nna Modimo, ha ho ya tshwanang le nna. Ho tloha qalehong ke tsebisitse batho tsa ho qetela, ho tloha mehleng ya boholoholo ka ba tsebisa, ka ba tsebisa tse tla etsahala, ka re: Merero ya ka e tla tiya, ke tla etsa tsohle tseo ke di ratang. Ke bitsa lenong le etswa botjhabela, e leng motho ya tswang naheng e hole, ke mmitsetsa ho tla phetha thato ya ka. Seo ke se boletseng ke tla se phetha, seo ke se rerileng ke tla se etsa. Mmameleng, lona ba pelo di thata, lona ba leng hole le ho loka. Ho loka ha ka ke ho tlisa haufi, ebile ha ho sa le hole haholo, ho pholosa ha ka ho ke ke ha dieha. Sione ke tla e pholosa, Iseraele ke e tlotlise. “Theoha teroneng, o dule leroleng, Wena morwetsana, moradi wa Babilona; itulele fatshe, o theotswe teroneng, wena moradi wa Bakalatiya. Ha o sa tla bitswa ya bonojwana, ya bokotswang. Nka lelwala, o sile phofo, lesira la hao lona o le role. Nyolla mese ya hao, ditlhafu di hlahe, ebe jwale o tseba ho tshela dinoka. Bofeela ba hao bo tla pepeseha, dihlong tsa hao di se ke tsa pateha. Ke tla iphetetsa, ha ke na ho qenehela motho.” Molopolli wa rona bitso la hae ke Morena wa mabotho, ke Ya Halalelang wa Iseraele. “Dula o kgutsitse, o kene hara lefifi, wena moradi wa Bakalatiya, ha o sa tla bitswa mofumahadi wa mebuso. “Ke ne ke halefetse setjhaba sa ka, ka hlompholla lefa la ka; ka neelana ka sona matsohong a hao, mme wena wa se hlokela mohau. Esita le maqheku ao e se le mobu, wa a belesa joko e boimahadi. “Yaba wena o re: Ke tla nne ke be mofumahadi, ke be yena kamehla yohle! Empa tsena ha wa ka wa di nahana, kapa wa hopola pheletso ya tsona. “Jwale mamela, wena ya ratang boithabiso, wena ya iphelelang a sa natse letho, wena ya ntseng a ithetsa, ka ho re: Ho re nna feela, ha ho pohopedi ntle ho nna! Nke ke be ka ba mohlolohadi le kgale, le ho shwelwa ke bana nke ke ka ho tseba! Empa tsena tse pedi di tla o kgaoletsa, ka ho panya ha ntshi, ka tsatsi le le leng: Ho shwelwa ke bana le ho ba mohlolohadi. Di tla o wela hodimo ka matla a maholo, di sa re letho ka boloi ba hao, di sa re letho ka boreba ba hao. “O ile wa thepa bokgopo ba hao, wa ba wa re: Ha ho ya mponang! Wa kgeloswa ke bohlale le tsebo ya hao, ka pelong ya hao wa ithetsa, wa re: Ho re nna feela, ha ho pohopedi ntle ho nna! Kahoo o tla welwa ke koduwa hodimo, ha o na ho tseba le ho e upa; o tla welwa ke bomadimabe hodimo, o ke ke wa tseba ho bo qhelela thoko; timelo le yona e tla o wela hodimo, e o tsometse o sa ka wa tseba. “Itswelle pele ka boreba ba hao, le ka boloi ba hao bo se nang palo, boo esale o bo emella ho tloha botjheng ba hao! Mohlomong bo tla o tlisetsa katleho, mohlomong ka bona o tshose dira tsa hao! O ikgathaditse feela ka keletso tse ngatangata! Jwale bitsa balepi ba hao, balepi ba hao ba dinaledi, dinohe tse o senolelang diketsahalo, tsa kgwedi le kgwedi, di ke di o pholose ho tsena tse o tlelang. “Ha e le bona, ba tla tshwana le dirite feela mollo o tla ba tjhesa, ba tjhelle lore! Ba ke ke ba ipholosa kganareng ya malakabe, ana hase mashala a ka futhumetsang motho, ona hase mollo o ka orwang ke motho. Ke sona feela seo ba ka o etsetsang sona, bana bao o sebeditseng le bona, bao esale o hweba le bona ho tloha botjheng ba hao. E mong le e mong o ikela ka tsela ya hae, ha ho le ya mong wa bona ya ka o pholosang.” “Mamelang sena, lona ba ntlo ya Jakobo, lona ba bitswang ka lebitso la Iseraele, lona ba tswang lelokong la Juda, lona ba ikanang ka lebitso la Morena, lona ba rapelang Modimo wa Iseraele, empa e se ka nnete kapa ka ho loka. Le ipitsa baahi ba motse o halalelang, mme le tshepa Modimo wa Iseraele, Morena wa mabotho ke lona lebitso la hae: “Tse fetileng ke ne ke di bolele kgale, ka di phatlalatsa, ka etsa hore di tsejwe; ka di etsa ka ho panya ha ntshi, mme tsa eba teng. Ke tsebile kamoo o leng manganga kateng; molala wa hao o sataletse sa tshepe, phatla ya hao yona e ka lethose. Ka baka leo, ke o boleletse tsena e sa le kgale; di eso etsahale ka o bolella tsona, e le hore o tle o se ke wa re: Modimo wa ka wa bohata o di entse, modimo wa ka wa lehong le modimo wa ka wa tshepe, ke yona medimo e ileng ya di laola. “Tsena kaofela o di utlwile, wa di bona, na ha o na ho di dumela? Ho tloha jwale ke tla o bolella tse ntjha, ke o bolelle tse patehileng, tseo o sa di tsebeng. Di bopilwe hona jwale, e seng tshimolohong, ho fihlela kajeno o ne o eso di utlwe; ka hona o ke ke wa re: Ke ne ntse ke di tseba. Ha wa ka di utlwa le ho di utlwisisa; tsebe tsa hao haesale di thibane ho tloha kgale. Ke tseba hantle kamoo o leng maqiti kateng, o bitsitswe lehlabaphiyo ho tloha mohla o tswalwang. “Ka baka la lebitso la ka, kgalefo ya ka ke a e thisisa, ka baka la thoriso ya ka e ke ke ya fihla ho wena, esere mohlomong ka tshoha ke o timetsa. Bona! ke o hlwekisitse, le hoja e se sa silefera; ke o lekile ka seboping sa matshwenyeho. Ka baka la ka, ka baka la ka feela, hona ke ho entse. Nka dumela jwang hore ke senngwe lebitso? Tlotla ya ka ha nka ke ka e nea e mong.” “Mmamele, wena Jakobo, wena Iseraele eo ke o bitsitseng: E hlile ke nna; ke nna wa pele le wa ho qetela. Tsoho la ka ke lona le theileng lefatshe, tsoho la ka le letona le adile mahodimo; ha ke a bitsa a emela hong kaofela. “Kgobokanang kaofela, le mamele: Ke modingwana ofe o boletseng tsee e sa le pele? Ya ratwang ke Morena o tla phetha thato ya Morena, thato eo a e phethe hodima Babilona, tsoho la hae le lwantshe Bakalatiya. Nna, e leng nna, ke se ke buile; e, ke se ke bile ke mmitsitse. Ke mo tlisitse, o tla atleha hohle moo a yang teng. “Atamelang pela ka, le mamele hona: Ho tloha tshimolohong ha ke qala ho bua, ha ke a ka ka buela sephiring; ha tseo di etsahetse ke ne se ntse ke le teng.” Jwale Morena Modimo o nthomme, o nthomme ka Moya wa hae. Morena, Molopolli wa hao, Ya Halalelang wa Iseraele, o bua tjena: “Ke nna Morena Modimo wa hao, ya o rutang tse leng molemo ho wena, ya o tsamaisang tseleng e o loketseng. “Hoja o kila mamela ditaelo tsa ka, kgotso ya hao e ka be le jwaloka noka, ho loka ha hao ho ka maqhubu a lewatle. Tloholo tsa hao di ka be di le kaa ka lehlabathe, bana ba hao ba le kaa ka tlhaku tsa lona di se na palo; lebitso la bona le ne le ke ke la fela, leha e le ho hlakoha kapele ho nna.” Tswang Babilona, le balehe Bakalatiya! Phatlalatsang tsena ka mehoo ya thabo, le di phatlalatse ho ya pheletsong tsa lefatshe, le re: “Morena o lopolotse Jakobo, mohlanka wa hae.” Ha ba a ka ba nyorwa ha a ba tsamaisa hara lehwatata; o ila etsa hore metsi a phalle a etswa lefikeng; a otla lefika, metsi a phorosela. “Kgotso ha e yo ho batho ba kgopo,” ho rialo Morena. “Lona dihlekehleke, mmameleng! Lona tjhaba tse hole, utlwang tsena! Morena o mpitsitse ke sa le popelong, mohla ke tswalwang a mpitsa ka bitso la ka. O entse molomo wa ka seka sabole e bohale, a mpata moriting wa atla sa hae; a nketsa motsu o leoditsweng, a mpata ka sehlajweng sa hae. Yaba o re ho nna: Wena Iseraele, o mohlanka wa ka, ke ka wena ke tlang ho tlotliswa. ” Yaba nna ke re: “Ke sebeleditse lelea, ka fufulellwa ntata selala. Empa se ntshwanelang se ka atleng sa Morena, moputso wa ka o ho Modimo wa ka.” Morena ya nkgethetseng ho ba mohlanka wa hae, a nkgetha ke sa le popelong ya mme, hore ke kgutlisetse Jakobo ho yena, ke bokelle tjhaba sa hae sa Iseraele, hobane mahlong a hae ke a tlotleha, ke Modimo wa ka, ke yena matla a ka. Jwale Morena o re: “Ke nthwana e fokolang hore o be mohlanka wa ka, o kgutlise merabe ya Jakobo, o kgutlise bana ba Iseraele bao ke ba babaletseng. Ke tla o etsa lesedi ho baditjhaba, o tlo fihlise ho pholosa ha ka pheletsong tsa lefatshe.” Morena, Molopolli wa Iseraele, yena Ya Halalelang, o bua tjena ho mohlanka wa babusi, ho ya ileng a nyediswa, a nyonywa ke ditjhaba: “Kgosi di tla o bona, di eme ka maoto, mahosana le wona a tla o obamela, ka baka la Morena, yena ya tshepahalang, Ya Halalelang wa Iseraele, ya o kgethileng.” Morena o bua tjena: “Ka nako ya mohau ke ile ka o araba, ka tsatsi la ho pholoswa ke ile ka o thusa; ka o boloka hore ka wena ke etse selekane le ditjhaba, hore ho tle ho kgutliswe naha, ho ajwe lefa la yona le senyehileng. Ho batshwaruwa o tle o re: Tswang! Ho ba lefifing o re: Tswelang leseding! Ba tla fula kathoko ho ditsela, ba fule jwaloka dinku, makgulo a bona a be maralleng wohle. Ha ba ka ke ba lapa kapa ba nyorwa, kapa ba tjheswa ke motjheso wa tsatsi la lehwatata. Ya ba utlwelang bohloko o tla ba tataisa, a ba ise pela didiba tse kollang. “Thabeng tsohle tsa ka ke tla etsa ditsela, mmila ya ka e katwe e tle e phahame. Bonang! Ba tla tla ba etswa hole, ba bang leboya, ba bang bophirimela, ba bang ba etswa naheng ya Sinime.” Lona mahodimo binang ka thabo, wena lefatshe nyakalla, lona dithaba binang ka nyakallo! Morena o tshedisa setjhaba sa hae, o hauhela tjhaba sa hae se tujwang. Empa Sione o itse: “Morena o mphuraletse! Morena wa ka o ntebetse!” “Na mosadi a ka lebala lesea leo a le anyesang, a se ka hauhela ngwana wa popelo ya hae? Leha yena a ka lebala, nna ha nka ke ka o lebala!” Bona! ke ngotse bitso la hao kahara diatla tsa ka, marako a hao ke ntse ke a bona kamehla. “Ba tla tsosa marako a hao, ba tla kgutla ba potlakile, ba o hataketseng, ba o ripitla, bona ba o balehe. Phahamisa mahlo a hao, o thalatse kahohle; tjhaba sa hao se a phutheha, se tla ho wena. Ke hlapanya ka bitso la ka,” ho rialo Morena, “ho wena ba tla tshwana le mekgabiso, o ikgabise ka bona jwaloka monyaduwa. “O fetohile lesupi, o hloka baahi, le naha ya hao e senyehile, e ke ke ya hlola e lekana, e lekana tjhaba sa hao, le hoja ba neng ba o ripitle ba tla be ba le hole. Bana bao o ba tswetseng nakong ya bofifi ba hao, ba tla bua moo o ntseng o utlwa, ba re: Baka sena se senyenyane, ha se re lekane, re ekeletse naha re tsebe ho haha. Jwale ka pelong ya hao o tla re: Bana baa ke ba tswaletswe ke mang? Ke ne ke shwelwe ke bana, ka ba jwaloka nyopa, ka thopuwa, ka iswa kwana le kwana. Bana baa ba hodisitswe ke mang? Ke ne ke setse ke le mong feela, empa jwale baa bona ba tswa kae? ” Morena Modimo o bua tjena: “Bona! ke tla hwehla baditjhaba, ke ba hwehle ka letsoho, ke phahamisetse ditjhaba mokgele wa ka; di tla kgutlisa bara ba hao di ba sikile, di kgutlise baradi ba hao di ba pepile. Dikgosi e tla ba bahodisi ba hao, kgosatsana tsa tsona e be baanyesi ba hao. Di tla o obamela fahleho di tadimile fatshe, di be di nyeke lerole le maotong a hao. Ke moo o tla tseba hore Morena ke nna, hobane ba ntshepileng ba ke ke ba hlajwa ke dihlong.” Na mohale a ka amohuwa kgapo ya hae, kapa mothopuwa a lopollwa ho motlatlapi wa hae? Empa Morena o bua tjena: “E, bahale ba tla amohuwa bathopuwa ba bona, le ba sehloho ba amohuwe kgapo ya bona, Ba lwantshanang le wena ke tla ba lwantsha, bana ba hao ke ba lopolle. Bahatelli ba hao ke tla ba fepa nama ya bona, ba tahwe ke madi a bona sa veine e ntjha. Batho bohle ba tla tseba hore nna Morena, ke Mopholosi wa hao le Molopolli wa hao, yena Ya Matla wa Jakobo.” Morena o bua tjena: “Le kae lengolo leo ke hladileng mmao ka lona, leo ke neng ke mo leleke ka lona? Ke o rekisitse ho mang, ho lefa molato wa ka? Le ile la rekiswa ka baka la bokgopo ba lona, mma lona a lelekwa ka baka la ditshito tsa lona. “Ke hobaneng ha ke fihla ke fumaneng ho se na motho? Yare ha ke bitsa ka hloka ya nkarabang? Na tsoho la ka le fokola hoo nke keng ka le lopolla? Na ke hloka matla a ho le namolela? Bonang! ha ke kgalema ke pshesa metsi a lewatle, dinoka tsona ke di fetole lehwatata; tlhapi tse phelang nokeng tseo di nkge, di re phu! di hloke metsi, di be di shwe ke lenyora. Mahodimo ke a apesa tsa bofifi, ke a kwahele ka aparo se mahwashe.” Morena Modimo o nneile leleme la barutehi, ke tle ke tsebe ho kgothatsa ba tepeletseng. Hoseng ho hong le ho hong o a ntsosa, a etse hore ke hlwaye tsebe, ke mamele jwaloka morutuwa. Morena Modimo o nthibolotse ditsebe, ha ke a ka ka hanyetsa, kapa ka tjhetjha ka santhao. Ke ile ka hlobola hore bashapi ba ntjhape mokokotlong, marama ka a retelletsa ho ba ntlhothang ditedu; ba ntshomang ba ntshwela ka mathe ha ke a ka ka ba patela fahleho sa ka. Morena Modimo o tla nthusa, kahoo ha nka ke ka tlontloloha. Ke thatafaditse fahleho sa ka jwaloka moralla, mme ke a tseba ha nka ke ka hlajwa ke dihlong. Ya reng ha ke na molato o haufi le nna; ebe jwale ya ka nqosang ke mang? A re hle re thulane re tadimane! Moqosi wa ka yena ke mang? Ha a hle a tle a nqose! Bonang, Morena Modimo ke yena ya nthusang! Ke mang ya ka mphumanang ke le molato? Baqosi bohle ba ka ba tla thotjhoha, ba thotjhohe jwaloka seaparo, tshwele e ba je, e be e ba fedise! Ke mang wa lona ya tshabang Morena, ya mamelang lentswe la mohlanka wa hae? Ya tsamayang lefifing a se na lesedi? Ha a ke a tshepe lebitso la Morena, a itshetlehe ka Modimo wa hae. Lona bohle ba besang mollo, le potapotwe ke ditlhase tsa wona, tsamayang leseding la mollo oo wa lona, hara tlhase tsa mollo o besitsweng ke lona. Seo le tla se amohela tsohong la ka, ke sena: Le tla paqama fatshe hara ditlokotsi. “Lona ba labalabelang ho loka, mmameleng, le lona ba batlang Morena: Tadimang lefika leo le kgephotsweng ho lona, le morafo oo le tjhekilweng ho wona. Tadimang ho ntata lona, ntata lona Aborahama, le tadime le ho Sara ya le belehileng. Ha ke bitsa Aborahama o ne a se na ngwana, ka mo hlohonolofatsa, ka ba ka mo anafatsa. “E, Morena o tla utlwela Sione bohloko, a utlwele bohloko masupi wohle a yona, mafeella ao a a fetole a be jwaloka Edene, mahwatata a yona a be jwaloka rapa sa Morena. Thabo le nyakallo di tla fumanwa ho yona, ho utlwahale mantswe a pina tsa diteboho. “Lona batho ba ka, a le ke le mamele! Lona tjhaba sa ka ntshekeheleng tsebe! Molao o le tsamaisang o tla tswa ho nna, kahlolo ya ka e be sedi le bonesetsang ditjhaba. Ho loka ha ka ho se ho atametse, ho pholosa ha ka ho se ho le tseleng, toka e tla tlisetswa ditjhaba ke letsoho la ka. Ba dihlekehlekeng ba tla ntebella ka tjheseho, ba lebelle ka tshepo ho sireletswa ke tsoho la ka. Lelatsang mahlo le tadime mahodimong, le be le tadime le tlase, lefatsheng; mahodimo a tla nyamela sa mosi ha o nyamela, lefatshe le tsofale jwaloka seaparo, baahi ba lona ba shwe jwaloka dintsintsi. Empa ho pholosa ha ka ke ha kamehla yohle, le ho loka ha ka ha ho ka ke ha fediswa. “Lona ba tsebang se lokileng, mamelang! Lona tjhaba se tsebang molao wa ka, tjhaba seo molao wa ka o leng ka pelong tsa sona: Le se ke la tshaba ha batho ba le nyefola, kapa la tshoswa ke mahlapa a bona. Tshwele e tla ba ja sa ha e eja seaparo, seboko se ba je jwalokaha se eja boya. Empa ho loka ha ka ho tla hlola kamehla yohle, ho pholosa ha ka e be ha meloko yohle.” Morena tsoha! Tsoha o re thusetse ka tsoho la hao le matla! O tsohe jwaloka mehleng ya kgalekgale, o tsohe jwaloka melokong ya boholoholo. Na hase wena ya neng a kgabelake Rahaba? Na hase wena ya neng a kgehlepele kganyapa? Na hase wena ya neng a pshese lewatle, ya neng a pshese metsi a bodibabohalo? Ya neng a bule tsela bodibeng ba lewatle, hore ba lopolotsweng ba tle ba tsebe ho tshela? Balopollwa ba Morena ba tla kgutla, ba kene Sione ba bina ka nyakallo, thabo ya kamehla yohle e be mefapahlooho ya bona, thabo le nyakallo di ba aperele, maswabi le masisapelo wona a ba tlohele. “Nna, nna ke inotshi, ke nna ya le tshedisang. O mang wena o tshabang batho, dibopuwa tse shwang? O tshabang batho ba itshwanelang le jwang feela? O leballang Morena, e leng Mmopi wa hao, yena ya ileng a ala mahodimo, a ba a rala metheo ya lefatshe? O phelelang ka tshabo, ka matsatsi wohle, ka baka la kgalefo ya mohatelli ya rerileng ho o timetsa? E kae kgalefo ya mohatelli eo? Bathopuwa ba matswalong ba kgatheng la ho lokollwa, ha ba ka ke ba shwela ka tjhankaneng ya bona, ha ba ka ke ba hloka leha e le bohobe. “Ke nna Morena Modimo wa hao, ya fuduhang lewatle hore maqhubu a lona a hwase; Morena wa mabotho ke lona lebitso la hae. Dipolelo tsa ka di tla tswa molomong wa hao, ke o sireleditse ka moriti wa seatla sa ka, ke nna ya beileng mahodimo tulong tsa wona, ke nna ya radileng metheo ya lefatshe, ke nna ya reng ho Sione: O setjhaba sa ka. ” Tsoha! Tsoha! Ema wena Jerusalema, wena ya nweleng senwelo sa kgalefo, sa kgalefo ya Morena se le atleng sa hae, wena ya minyeletsang maritsa, maritsa a jwala bo tsekedisang batho. Hara bohle ba mala a hae, ha ho ya mo tataisang, hara bao a ila ba hodisa, ha ho ya mo tshwarang ka letsoho. Koduwa tse pedi tsena di o wetse hodimo; ya ka o tshedisang ekaba ke mang? O wetse ke tshenyeho le tahleho, o wetswe ke sekoboto le sabole; ya ka o thobang pelo ekaba ke mang? Baahi ba hao ba akgehile, ba rapaletse dihukung, hukung tsa diterata tsohle, ba jwaloka kgama e tshwasitswe lerabeng. Ba pipitletswe ke kgalefo ya Morena, le yona kgalemo ya modimo wa hao. Ka baka lena, mamela mona, wena ya otlilweng, ya tahilweng, le hoja o sa tahwa ke veine. Morena, Morena wa hao, Modimo wa hao, yena ya buellang tjhaba sa hae, o bua tjena: “Bona! Ke phamotse letsohong la hao senwelo se neng se o tsekedisa; senwelo seo sa kgalefo ya ka o ke ke wa hlola o nwela ho sona hape, Ke tla se bea matsohong a batubi ba hao, bona ba ileng ba re ho wena: Paqama fatshe, re tle re o tsamaye hodimo! Wa etsa hore mokokotlo wa hao o ke lefatshe, o ke mmila oo ho tsamauwang ho wona.” Tsoha! Tsoha! O matlafale wena Sione! Wena Jerusalema, motse o halalelang, apara aparo tsa hao, aparo tse majabajaba, maqai le ba sesila ba ke ke ba hlola ba kena, ba kena ho wena. Hlohlora lerole le ho wena, wena Jerusalema, o eme, o dule teroneng, wena Jerusalema. Kgaola mahlaahlela a molaleng wa hao, wena moradi wa Sione, o leng mothopuwa. Morena o bua tjena: “Le ile la rekiswa ntle ho tjhelete, le tla be le lopollwe ntle ho tjhelete.” Morena Modimo o bua tjena: “Tjhaba sa ka se ile sa ya Egepeta ho jaka teng, hamorao Baasiria ba se tuba ntle ho mabaka!” Morena o re: “Ebe jwale moo ke bonang? Tjhaba sa ka se thopilwe ntle ho lebaka, babusi ba sona ba a soma,” ho rialo Morena. “Bitso la ka le nyefolwa kamehla. Kahoo tjhaba sa ka se tla tseba lebitso la ka, mohlang oo se tsebe hore ke nna ya buang. E, efela ke nna ya buang.” A matle hakaakang maoto a ba tsamayang hodima dithaba, bona ba tlisang molaetsa o molemo, ba phatlalatsang taba tsa kgotso ba tlisang molaetsa o molemo, ba phatlalatsang taba tsa topollo, ba reng ho Sione: “Modimo wa hao o a busa!” Mamelang, bohodi tsa lona di a howeletsa, di howeletsa hammoho ka thabo, hobane ka mahlo a tsona di a bona, di bona ha Morena a kgutlela Sione. Binang pina tsa thabo, le di bine le le mmoho, binang lona masupi a Jerusalema, hobane Morena o tshedisitse, a tshedisa setjhaba sa hae, Morena o lopolotse Jerusalema. Morena o bontshitse tsoho la hae le halalelang, a le bontsha moo tjhaba tsohle di ntseng di bona, pheletso tsohle tsa lefatshe di tla bona, di bone ho pholosa ha Modimo wa rona. Tsamayang! Tsamayang le tlohe mona! Le se ame letho le silafetseng! Tswang Babilona le itlhwekise, lona ba nkang dijana tsa Morena. Ha le na ho tswa le potlakile kapa le baleha, hobane Morena o tla le etella pele, Modimo wa Iseraele o tla le sireletsa serao. Bonang, mohlanka wa ka o tla atleha, o tla tlotlwa, a thoholetswe, a phahamisetswe tulong tse hodimo. Batho ba bangata ba ne ba mo makaletse, tshobotsi ya hae e ne senyehile ho feta ya bohle, sebopeho sa hae se sa tshwane le sa batho. Empa tjhaba tse ngata di tla mo makalla, kgosi di fetohe dimumu kapele ho yena, hobane di tla be di bona seo di esong ho se bolellwe, seo di esong ho se utlwe, di tla se utlwisisa. Ke mang ya dumelang seo re se bolelang? Tsoho la Morena le bonahaditswe ho mang? Mohlanka wa Morena o metse pela hae jwaloka lehlomela, jwaloka motso o melang mobung o omeletseng. O na hloka sebopeho kapa bokgabane ba ho re hohela, ha re mo tadima bopeho sa hae se sa re kgahle. O ile a nyediswa, a furallwa ke batho, ya eba motho wa mahlomola, ya tsebang mahloko. A tshwana le eo batho ba tshabang le ho mo tadima; o ile a nyediswa, ra se ke ra mo natsa. Ruri o ipelesitse mahloko a rona, malwetse a rona le wona a inkela wona, empa rona ra hopola e le ya otlwang, ya shapuwang, le ho hlokofatswa ke Modimo. O ila hlajwa ka baka la ditshito tsa rona, a tetetswa ka baka la dibe tsa rona, kotlo e re tlisetsang kgotso ya mo wela hodimo, ra fodiswa ke maqeba a hae. Rona bohle re tshwana le dinku tsa malahleha, motho ka mong o iketse ka tselana ya hae, Morena o mmelesitse makgopo a rona bohle. O ila tlatlapuwa, a ikokobetsa ha a hlokofatswa, empa ha ho letho leo a ila le bua; a qhojwa sa konyana ha e iswa tlhabong, mme jwalokaha nku e sa lle ha e kutwa, le yena ha ho letho leo a ila le bua. A kgannwa ka dikgoka, a ahlolwa ntle ho toka, ba leloko la hae ba se ke ba mo natsa. A tloswa hara ba phelang ba fatshe lena, a bolawa ka baka la makgopo a tjhaba sa ka. O na hopoletswe ho epelwa mabitleng a ba kgopo, le hoja a ne a eso ka a etsa phoso, le leshano le eso tswe molomong wa hae; empa ha a sa shwele a epelwa bitleng la morui. Ho ratile Morena hore a tetetswe, a hlokofatswe, bophelo ba hae e be nyehelo e tlosang sebe; kahoo o tla bona ditloholo tsa hae, matsatsi a bophelo ba hae a lelefale, thato ya Morena e atlehiswe ke letsoho la hae. Ha moya wa hae o so hlokofaditswe, o tla bona tholwana tsa ho hlokofatswa ha hae. Mohlanka wa ka ya lokileng o tla lokafatsa, a lokafatse ba bangata ka tsebo ya hae, a be a jare le makgopo a bona. Kahoo o tla ba le seabo hara ba baholo, kgapo yona a e arolelane le dinatla, hobane bophelo ba hae o ila bo tella lefu, a ba a balellwa le baetsadibe. O ila itjarisa dibe dibe tsa ba bangata, mme baetsadibe a ba rapella. “Bina, wena nyopa, o sa kang wa beleha, tsanyaola, o bine ka thabo, wena o sa kang wa utlwa bohloko ba pelehi, hobane bana ba mosadi ya lahlilweng, ba bangata ho feta ba mosadi ya nyetsweng,” ho rialo Morena. “Atolosa setsha sa tente ya hao, o sarolle le masira a ntlo ya hao; lelefatsa kgwele tsa masira a hao, le dimapo tsa tsona o di kgokgothele. O tla namela ka ho le letona le ka ho le letshehadi, ditloholo tsa hao di tla hapa naha tsa baditjhaba, di ahe metseng eo e seng e le masupi. “O se ke wa tshaba, o ke ke wa hlajwa ke dihlong, se tshabe ho tlontloloha, o ke ke wa nyenyefatswa. O tla lebala dihlong tsa botjha ba hao, ho nyediswa ha bohlolohadi ba hao, ha o sa tla hlola o ho hopola. Mmopi wa hao ke yena monna wa hao, Morena wa mabotho ke lona lebitso la hae; Ya Halalelang wa Iseraele ke yena Molopolli wa hao, o bitswa Modimo wa lefatshe lohle. “Morena o o bitsitse sa mosadi ya lahlilweng, a o bitsa sa mosadi ya hlomohileng, ya nyetsweng a sa le monyenyane a ba a lahlwa,” ho rialo Modimo wa hao. “Ke ile ka o furalla ka motsotswana feela, empa ka baka la kutlwelobohloko ke tla o kgutlisa. “Ka baka la kgalefo ya ka ke ile ka o furalla, ka o patela fahleho sa ka ka motsotswana; empa kahobane ke o rata, ke tla o utlwela bohloko kamehla yohle,” ho rialo Morena, Molopolli wa hao. “Ho nna tsena di tshwana le tsa mehleng ya Nowe, ha ke ne ke hlapanya ke re: Morallo o ke ke wa eba teng hape; kahoo ke hlapanya hore nke ke ka hlola ke o halefela, nke ke ka hlola ke o kgalema. Leha dithaba di ka sisinngwa le maralla a suthiswa, lerato la ka le matla ho wena le ke ke la sisinyeha, kapa selekane sa ka sa kgotso sa fediswa,” ho rialo Morena, yena ya o utlwelang bohloko. “Wena motse o hlokofaditsweng, wa tsukutlwa ke difefo, wa hloka motshedisi, majwe a marako a hao ke tla a hahella hodima sekama, metheo ke e hahe ka majwe a safire. Tora tsa hao ke tla di haha ka mahakwe a mafubedu, kgoro e be tsa majwe a bofubedu ba malakabe, marako e be a mahakwe a bohlokwa. “Bara ba hao bohle ba tla rutwa ke Morena, ditloholo tsa hao di be le kgotso ya sebele. Ha o etsa tse lokileng o tla matlafala, bompodi bona bo ke ke ba eba teng ho wena, ha o ka ke wa tshaba letho, esita le ditshoso di ke ke tsa o atamela. Bona, o tla fela o futuhelwe, feela e se ka tumello ya ka; empa ya o futuhelang o tla ineela ho wena. “Ke nna ya bopileng lelala, lona le butswelang mashala sefuthelong, ebe le etsa hlomo tse loketseng mosebetsi wa tsona; le mosenyi ya senyang o bopilwe ke nna. Ha ho na sebetsa se tla o bolaya, bohle ba o qosang o tla ba hlola ka nyewe. Lena ke lona lefa la bahlanka ba Morena, ke ho loka hoo ke ba neang hona,” ho rialo Morena. “Lona bohle ba nyorilweng, tloong le nwe metsi, le lona ba se nang tjhelete, tloong le reke dijo, le je! Tloong le ithekele veine, le ithekele le lebese, le di reke le se na tjhelete, le sa lefe letho. Le senyetsang tjhelete ka tseo e seng bohobe? Dintho tse sa kgotsofatseng, keng ha le di sebeletsa ka thata? Mmameleng ka hloko, le je tse molemo, meya ya lona e ithabise ka tse monate. “Ntshekeheleng tsebe, mme le tle ho nna, le mmamele, meya ya lona e tle e phele. Ke tla etsa selekane sa kamehla le lona, e leng mehauhelo eo ke neng ke e tshepise Davida. Bonang, ke entse Davida paki ya ka ho ditjhaba, ka mo etsa moetapele le molaodi wa ditjhaba. Ruri le tla bitsa tjhaba tseo le sa di tsebeng, tjhaba tse sa le tsebeng di tla mathela ho lona ka baka la Morena Modimo wa lona, yena Ya Halalelang wa Iseraele, hobane o le tlotlisitse. “Batlang Morena ha a sa ntse a ka fumanwa, ipiletseng ho yena a sa le haufi; ya kgopo a furalle ditsela tsa hae, molotsana a furalle mehopolo ya hae, a sokolohele ho Morena wa hae, mme Morena o tla mo hauhela; a sokolohele ho Modimo wa rona, hobane yena o tshwarela haholo. Mehopolo ya ka hase mehopolo ya lona, tsela tsa lona hase tsela tsa ka,” ho rialo Morena. “Jwalokaha lehodimo le phahametse lefatshe, tsela tsa ka le tsona di phahametse tsa lona, le mehopolo ya ka e phahametse ya lona. “Jwalokaha pula le lehlwa di etswa lehodimong, mme di sa kgutlele teng di sa kolobisa lefatshe, hore le medise dimela di tle di atlehe, di hlahisetse mojadi peo, batho ba fumane dijo; le dipolelo tseo ke di buang di jwalo, di ke ke tsa kgutlela ho nna di sa sebetsa letho, empa di tla phethahatsa seo ke se ratang, di phethe merero eo ke di rometseng ho e phetha. Le tla tloha ka thabo, kgotso e le eteletse pele, dithaba le maralla di bine le di tadimile, fate tsohle tsa naha di le opele mahofi. Moo ho metseng leoka ho tla mela modutu, moo ho metseng hlabahlabane ebe ho mela mohlakola. Tsena ke tsona tse tla tumisa Morena, e be pontsho ya kamehla yohle, e ke keng ya fediswa.” Morena o bua tjena: “Ahlolang ka toka, le etse ho nepahetseng, hobane ho pholosa ha ka ho se ho le haufi, le ho loka ha ka ho se ho tla senolwa. Ho lehlohonolo motho ya etsang tsena, ho lehlohonolo motho ya di kgomarelang, ya bolokang Sabatha, ya sa se silafetseng, eo tsoho la hae le sa etseng tse mpe. “Se dumelle moditjhaba ya ikabetseng Morena hore a re: Morena o tla nkgetholla tjhabeng sa hae ho hang! Se dumelle lehaole ho ipelaetsa, le re: Nna ke sefate se omeletseng! ” Morena o bua tjena ho mahaole: “Mahaole a bolokang Disabatha tsa ka, a ikgethelang tse nthabisang, a kgomarelang selekane sa ka, kahara tempele ya ka, kahara marako a yona, ke tla a etsetsa kgopotso, ke a ree lebitso, bitso le fetang la ba nang le bara le baradi, ke tla a rea lebitso la kamehla yohle, bitso le ke keng la hlola le fediswa. “Haele baditjhaba ba ikabetseng Morena, ba ikabetseng ho mo sebeletsa, le hona ho rata bitso la hae, bao e leng bahlanka ba hae, ba bolokang Sabatha, ba se boloka ba sa se silafatse, ba kgomaretseng selekane sa ka; bona ke tla ba tlisa thabeng ya ka e halalelang, ke ba thabise ka tlung ya ka ya thapelo. Nyehelo tsa bona tsa setjheso le mahlabelo a bona, tsena ke tla di amohela aletareng ya ka, hobane ntlo ya ka e tla bitswa ntlo ya thapelo, e bitswe ntlo ya thapelo ya ditjhaba tsohle.” Morena Modimo, yena ya kgutlisang baphaphathehi ba Iseraele, o bua tjena: “Ke sa tla boela ke mo kgutlisetsa ba bang, ntle ho bao ke seng ke ba kgutlisitse.” “Lona batana tsohle tsa naha tloong, le harole, lona dibatana tsohle tsa meru. Balebedi ba Iseraele ba foufetse, ha ba na tsebo, ke ntja tsa dimumu, ha di tsebe ho bohola, di a robala, di bothe, di ithatela boroko. Ke ntja tsa menyollo, ha di ke be di kgore, ke badisana ba se nang kutlwisiso, motho ka mong o ikela ka tsela ya hae, motho ka mong o ipatlela mouno moo o ka bang teng. Motho ka mong o re: Tloong kwano, ke tla lata veine! A re itlopeng jwala, re be re bo shebe feela! La hosasane le tla nne le ke la kajeno, mohlomong le tla ba letle ho feta lena! ” Batho ba lokileng ba a timela, ha ho le ya mong ya keng a nahane hona; ba nang le tumelo le bona ba a fediswa, ha ho ya utlwisisang hona: Ba lokileng ba balehisetswa bobe bo tlang. Ba hlokang kodi ba tla itjhwella ka kgotso, ba iphomolele hamonate lefung la bona. “Lona bana ba baloi atamelang mona, le lona bana ba difebe, le lona ba diotswa! Eo le mo somang ke mang? Eo le mo nyekoletsang melomo, maleme a leketlile, ke mang? Na hase lona bana ba mahlabaphiyo, lona bana ba batho ba leshano? Le sebeletsa medimo ya bohata ka ho etsa bohlola, le bo etsa le le tlasa difate tse talana, ka dikgohlong le ka mahaheng le etsa mahlabelo a setjheso ka bana ba lona. Majwe a boreledi, a dinokana, ke yona medimo ya lona, e, efela e le yona kabelo ya lona. Medingwana ena le e etsetsa nyehelo ya dino, le bile le e etsetsa le nyehelo ya dijo. Ebe na tse tjee di ka nthabisa? Mealo ya lona e hodima thaba tse phahameng, thabeng tse hodimo, ke moo le nyolohelang teng ho ya etsa mahlabelo. Kamora mamati le dikosene tsa lona, ke moo le entseng meupello, la mphuralla, la apola bofeela ba lona, la kena diphateng, la ithabisa ka ho etsa bohlola, la iketsetsa setswalle le bao le ba ratang, la ba la tadima bofeela ba bona. La itlotsa ka ole e nang le menkwane, la ba la ya ho kgosi, la romela maqosa a lona naheng tse hole, la ba la a romela Nqalong ya Bafu. Maeto a lona a malelele a le baketse mokgathala, empa la sitwa le ho re: Ha ho na thuso! Le nnile la fumana mekgwa ya ho imatlafatsa, kahoo ha le a ka la kgathala. “Eo le mo tshohang ke mang, eo le mo tshabang hakaale, ke mang, hoo le ileng la ntlhokela botshepehi, la ba la sitwa le ho nkgopola, kapa hona ho nnahana ka pelong tsa lona? Na hase hobane e le kgale ke kgutsitse, ha e le moo le se le sa ntshabe? Ke tla pepesa mesebetsi ya lona, mesebetsi eo lona le reng e lokile; empa ha e ka ke ya le tswela molemo. Ha le ipiletsa, le batla thuso, ereng medingwana ya lona e mengata e le thuse! Kaofela ha yona moya o tla e fefola, moyana o fokolang o e pheule. Empa ya nketsang setshabelo sa hae, fatshe la pallo e tla ba lefa la hae, a rue thaba ya ka e halalelang.” Lentswe le tla re: “Katang, katang, le batalatse mmila! Tlosang se kgopang tseleng ya tjhaba sa ka!” Ya phahameng, ya hodimodimo, yena ya phelang kamehla yohle, eo lebitso la hae le halalelang, o re: “Ke phela bakeng se phahameng, bakeng se halalelang, ya robehileng moya, ke phela le yena, le ya ikokobeditseng ke phela le yena, ke kgothatsa ya ikokobetsang, ke kgothatsa ya robehileng moya. Ha ke na ho qosa kamehla yohle, kapa hona ho halefa kamehla, ho seng jwalo ba kapele ho nna ba ka tepella, e leng batho bao ke ba bopileng. Ka baka la sebe sa bona ke ile ka ba halefela, ka ba otla, ka ba patela fahleho sa ka ke halefile; empa ba nna ba tswela pele mekgweng ya bona e kgopo. Tsela tsa bona ke di bone, ke tla ba phekola; ke ba tsamaise, ke tshedise ba llang, ke etse hore maleme a bona a bine dithoko: Kgotso, kgotso ho ba hole le ba haufi! Ke tla ba fodisa,” ho riala Morena. Ba kgopo ba tshwana le lewatle le tuduana, le tuduana le se na kgotso, maqhubu a lona a akgela seretse le ditshila lebopong. “Kgotso ha e yo ho ba kgopo,” ho rialo Modimo wa ka. “Howeletsa haholo, o se ke wa kgaotsa; howa haholo jwalokaha ho letswa lenaka. Bolella setjhaba sa ka ditshito tsa sona, ntlo ya Jakobo o e bolelle dibe tsa yona. Ka letsatsi le letsatsi ba ntse ba mpatla, ba labalabela ho tseba ditsela tsa ka, jwalokaha eka ke setjhaba se etsang tse lokileng, se sa furallang melao ya Modimo wa sona. Ba nkopa ho ba bolella melao e lokileng, ba re ba tjhesehela ho ikatametsa ho Modimo. Ba re: Ke hobaneng ha re itimme dijo, empa wena o sa ka wa bona? Ke hobaneng ha re itlhokofaditse, empa wena o sa ka wa natsa hoo? “Ka tsatsi la ho itima dijo, lona le phetha merero ya lona, le sebedisa basebetsi ba lona ka thata. Ho itima dijo ha lona ho baka dikgang le diqabang, ho bake le ho tlantlana, ho tlantlana ka ditebele. Na ho itima dijo ka mokgwa o tjee ho ka etsa hore thapelo tsa lona di mamelehe? Na oo ke mokgwa wa ho itima dijo, na ke mokgwa oo ke o kgethileng, wa hore motho a itlhokofatse ka tsatsi le le leng? Wa hore a kebise hlooho jwaloka letsepa la lehlaka, a ipitike hodima tse mahwashe, a be a itshelake ka molora? Na oo ke wona mokgwa wa ho itima dijo? Na tsatsi le tjee le ka amoheleha ho Morena? “Mokgwa wa ho itima dijo oo ke o kgethileng ke ona: Ke hore o lokolle mahlaahlela a bokgopo, o imolle ba imetsweng ke mejaro ya bona, ba hateletsweng o ba lokolle, mesebetsi yohle ya botlatlapi o e fedise. Ke hore o abelane dijo le ba lapileng, o amohele baleleri lapeng la hao, ba hlobotseng o ba fe diaparo, bang ka wena o ba thuse. “Jwale sedi la hao le tla hlaha, le hlahe jwaloka mafube a meso, ho fola ha hao le hona ho akofe, ho loka ha hao ho tla o etella pele, tlotla ya Morena e sireletse serao sa hao. Etlare ha o ipiletsa, Morena a o arabe, ere ha o kopa thuso, yena a re: Ke nna enwa. “Haeba o fedisa diketso tsa botlatlapi, tsa ho supana ka menwana le ho buisana hampe; ha o ka ikitlaeletsa ho fepa ba lapileng, wa thoba meya ya ba tshwenyehileng, fifi le tla apoha, sedi la hao le kganye, bosiu ba hao bo ke motsheare wa lengeta. Morena o tla o tataisa kamehla, a o fe tseo o di hlokang leha naha e omeletse, a matlafatse ditho tsa mmele wa hao. O tla tshwana le serapa se nwesetswang hantle, o ke sediba seo mohlodi wa sona o sa psheng. Bara ba hao ba tla tsosa thako tsa hao tsa kgale, o hahe hodima metheo ya baholoholo ba hao. Wena o tla bitswa Motsosi wa marako a helehileng, o bitswe Molokisi wa ditsela le matlo.” “Haeba o sa nke maeto ka tsatsi la Sabatha, o sa phethe merero ya hao ka tsatsi la ka le halalelang; haeba o bitsa Sabatha letsatsi la thabo, o re ke la Morena le halalelang, le hlomphehang; haeba o le hlompha ka ho se etse mesebetsi ya hao, o sa phethe merero ya hao, o sa bue mafeela; ke hona o tla thabela Morena, a etse hore lefatshe lohle le o hlomphe, o je lefa la ntataomoholo Jakobo.” Ke Morena ya buileng jwalo. Tsoho la Morena ha le lekgutshwanyane, hoo a ke keng a pholosa; tsebe ya hae ha e a thibana hoo a ke keng a utlwa. Empa makgopo a lona a le arohantse le Modimo wa lona, dibe tsa lona di patile fahleho sa hae, e le hore a se ke a le utlwa. Matsoho a lona a kganathetse madi, menwana ya lona e silafaditswe ke bokgopo. Le buile leshano ka melomo ya lona, maleme a lona a buile tse kgopo. Ha ho le ya mong ya batlang toka, ha ho le ya mong ya buang nnete dinyeweng; ba tshepa dikgang tsa mafeela, ba bua leshano; mehopolo ya bona e mebe, mme e tswala bokgopo. Ba qhotsisa mahe a marabe, ba lohe dikgwele tse kang tsa bolepo ba sekgo; ya jang mahe a marabe o a shwa, ha le leng le pshatlwa, ho tswa marabe. Bolepo ba bona bo ke ke ba fetoha diaparo, ba ke ke ba ikapesa ka tseo ba di etsang. Mesebetsi ya bona ke mesebetsi e kgopo, ka ketso tsa bona ba tsosa moferefere. Maoto a bona a ba mathisetsa sebeng, a bobebe ho tsholla madi a se nang molato, menahano ya bona ke menahano e kgopo, mehlaleng ya bona ke mophula wa tshenyo, le wa timetso. Tsela e isang kgotsong ha ba e tsebe, mehlaleng ya bona toka ha e fumanwe. Tsela tsa bona ke tse matswedintsweke, ya tsamayang ho tsona a ke ke a fumana kgotso. Ka baka leo, toka e hole le rona, le ho loka ha ho fihle ho rona. Re batla lesedi, empa re bona lefifi, re batla kganya, empa re tsamaya lefifing. Re phopholetsa mabota jwaloka batho ba difofu, re phopholetsa tsela jwalokaha eka ha re na mahlo, re kgothometseha hara motsheare wa lengeta jwalokaha eka ke ka shwalane; hara ba phelang rona re jwaloka bafu. Bohle re puruma jwaloka dibere, re lla habohloko jwaloka maeba. Re batla toka, empa ha re e fumane, re batla topollo, empa e holehole le rona. Re ditshito di ngata mahlong a hao, re ahlolwa ke bopaki ba dibe tsa rona. Ditshito tsa rona di re maname kamehla, bokgopo ba rona re bo tseba hantle: Ke ho sitelwa Morena le ho bua leshano, ke ho furalla Modimo wa rona, ho kgothaletsa bohatelli le bofetohedi, ho nahana leshano le ho le bua ka pelong tsa rona. Kahoo toka e tjhetjhiswa kasanthao, ho loka ho emeletse hole le rona; diterateng nnete ha e sa le yo, botshepehi le bona ha bo sa fumanwa. E, nnete e fela e lahlehile, ya furallang bokgopo o etswa hampe. Tsena tsohle Morena a di bona, a se ke a thabiswa ke bosiyo ba toka. Morena a bona hore ha ho na motho, a makala ha a bona ho se ya kenang dipakeng; ka matla a hae a hlola dira tsa hae, ho loka ha hae ha mo tshehetsa. Ho loka ha sireletsa sefuba sa hae, hloohong a rwala katiba ya tshepe ya pholoho; a apara diaparo tsa boiphetetso, tjheseho ya eba yona kobo ya hae. O tla ba putsa ho ya ka diketso tsa bona, a halefele dira tsa hae a be a di otle, ba dihlekehlekeng a ba nee moputso wa bona. Bitso la Morena le tla tshajwa, le tshajwe ho tloha bophirimela, tlotla ya hae e tshajwe, e tshajwe ho tloha botjhabela. Ha sera se futuha jwaloka sekgohola, Moya wa Morena o tla se lelekela hole. “Mopholosi o tla tla Sione, a tle ho ba Jakobo ba bakelang dibe tsa bona,” ho rialo Morena. “Ha e le nna,” ho rialo Morena, “selekane sa ka le bona ke sena: Moya wa ka o leng ho wena, le dipolelo tsa ka tseo ke itseng o di bue, di ke ke tsa fela molomong wa hao le melomong ya bana ba hao, le melomong ya ditloholo tsa hao ho tloha jwale le kamehla yohle,” ho rialo Morena. “Tsoha, phatsima, hobane sedi la hao le tlile, tlotla ya Morena e phatsima hodima hao. Lefifi le tla aparela lefatshe, tjhaba di be fifing la bo-nka-ntjana; empa Morena o tla phatsima, a phatsime hodima hao, tlotla ya hae e bonahale ho wena. Baditjhaba ba tla hohelwa ke sedi la hao, kgosi di hohelwe ke redi le phatsimang la hao. “Phahamisa mahlo o qamake kahohle: Bohle ba a phutheha, ba itlisa ho wena; bara ba hao ba tla tswa holehole, baradi ba hao ba tle ba sikilwe ka matsoho. Tsena o tla di bona, thabo ya hao e kgaphatsehe, pelo ya hao e kokomohe ke ho nyakalla haholo. Matlotlo a lewatle e tla ba a hao, maruo a baditjhaba a tla tliswa ho wena. “Boiyane ba dikamele bo tla putukana ho wena, mekoloko ya dikamele e tswang Midiane le Efa; Basheba bohle ba tla tlisa kgauta le mokubetso, ba bine thoko tsa Morena, ba mo tumise. Mehlape yohle ya Kedare e tla phuthwa, e tliswe ho wena, dipheleu tsa Nabajota di tla o sebeletsa, di etswe nyehelo e amohelehang aletareng ya ka, ebe Tempele ya ka ke e tlotlisa haholo. “Baa ba pakaselang jwaloka leru ke bafe? Baa ba kang maeba a fofela dihlaheng tsa wona? Ke dikepe tse bokanang mabopong, mabopong a dihlekehleke, dikepe tseo batsamaisi ba tsona ba ntebeletseng, dikepe tsa Tarashishe di di eteletse pele, di tlisa bara ba hao ba tswang holehole, ba tlang ba kakatetse silefera le kgauta ya bona, ho tla tlotlisa Morena, Modimo wa hao, e leng Ya Halalelang wa Iseraele, hoba ke yena ya o tlotlisitseng. “Baditjhaba ba tla tsosa marako a hao, dikgosi tsa bona di o sebeletse; le hoja ha ke halefile ke ile ka o otla, empa ka baka la lereko la ka ke o hauhetse. Kgoro tsa hao di tla dula di ntse di butswe, ha di ka ke tsa kwalwa motsheare le bosiu, batho ba o tlisetse maruo, maruo a baditjhaba, dikgosi tsa bona di tla di entse mokoloko. Tjhaba sa mmuso o ke keng wa o sebeletsa, se tla timela, e, tjhaba seo se tla fela se timelle ruri. “Tlotla ya Lebanone e tla tliswa ho wena: Difate tsa modutu le tsa phaene, le tsa kiperese, tsena di tla tliswa ho kgabisa sehalalelo sa ka, mme ke tla tlotlisa Tempele eo ke ahileng ho yona. Bara ba bahatelli ba hao ba tla o obamela, bohle ba neng ba o nyedisa ba koqame maotong a hao, ebe ba o bitsa Motse wa Morena, Sione ya Ya Halalelang wa Iseraele. “Le hoja o no furaletswe, o bile o hloilwe, ho se na motho ya keng a o tjhakele, ke tla o etsa ya kgabane kamehla yohle, ya tla thabisa e mengatangata meloko. O tla anya lebese la baditjhaba, o anye matswele a dikgosi tsa bona, o tsebe hore nna Morena, ke Mopholosi wa hao, Molopolli wa hao, Ya Matla wa Jakobo. Bakeng sa lethose ke tla o tlisetsa kgauta, bakeng sa tshepe ke o tlisetse silefera; bakeng sa lehong ke tla o tlisetsa lethose, ke o tlisetse tshepe bakeng sa majwe a moralla. Ke tla etsa hore kahohle kgotso e rene, ho loka e be yena mmusi wa hao. Lerata la dintwa ha le sa tla utlwahala, naheng ya hao, leha e le tshenyo le nanaola meeding ya hao; marako a hao o tla a rea lebitso la Topollo, kgoro tsa hao tsona o di ree la thoriso. Letsatsi e ke ke ya hlola e eba lesedi la hao motsheare, le bosiu ngwedi e ke ke ya hlola e o bonesetsa; Morena e tla ba lesedi la hao, sedi la kamehla yohle, Modimo wa hao e be yena tlotla ya hao. Tsatsi la hao ha le ka ke la hlola le sa dikela, kgwedi ya hao ha e ka ke ya hlola e eya fifing; hoba Morena e tla ba lesedi la hao, sedi la kamehla yohle, tshiu tsa bofifi ba hao le tsona di fele. Tjhaba sa hao sohle e tla ba sa ba lokileng, naha e be lefa la sona la kamehla yohle, e be lehlomela le hlomilweng ke nna, e be mosebetsi wa matsoho a ka, oo ke tlotliswang ka wona. Lelapa le lenyenyane le tla ngatafala e be dikete, setjhaba se fokolang sona se matlafale, nna Morena, ke tla potlakisa sena, ke se potlakise ka nako ya sona.” Moya wa Morena Modimo o hodima ka, hobane o ntlotseditse ho bolella mafutsana, molaetsa o molemo. O nthometse ho thoba pelo tsa ba swabileng, ho phatlalletsa bathopuwa tsa tokoloho, le hore ba tjhankaneng ba tla lokollwa; ho phatlalatsa selemo sa Morena, lemo sa mehauhelo, le letsatsi la phetetso ya Morena wa rona, le ho tshedisa bohle ba leng bofifing; ho nea ba Sione ba leng bofifing moqhaka o kgabane bakeng sa molora, ole ya thabo bakeng sa bofifi, seaparo sa thoriso bakeng sa maswabi, ba tle ba bitswe fate tsa ho loka, tse lenngweng ke Morena hore a tle a tlotliswe. Ba tla tsosa masupi a kgale, ba ntjhafatse thako tsa boholoholo; ba tla tsosa metse e neng e ripitlwe, dithako tsa meloko e mengatangata. Baditjhaba ba tla le sebeletsa, ba be ba dise le mehlape ya lona, melata e le lemele masimo, e le hlomele le morara wa lona. Lona le tla bitswa baprista ba Morena, le bitswe basebeletsi ba Modimo wa rona. Maruo a baditjhaba a tla jewa ke lona, le ithorise ka tlotla ya bona. Kaha dihlong tsa lona di phetahane habedi, ho songwa le mahlapa e bile kabelo ya lona, leruo la naha ya lona le tla eketseha habedi, thabo ya lona e be ya kamehla le mehla. “Nna Morena, ke rata toka, bolotsana le bokgopo ke di hloile; ke tla tshepahala, ke ba nee moputso wa bona, ke etse selekane sa kamehla yohle le bona. Moloko wa bona o tla tsejwa ke baditjhaba, ditloholo tsa bona di tsejwe hara matjhaba; bohle ba di bonang ba tla di tseba, ba di tsebe e le moloko, moloko o hlohonolofaditsweng, wa hlohonolofatswa ke Morena.” Ke tla thabela Morena ka pelo ya ka yohle, moya wa ka o thabele Modimo wa ka haholo, hobane o nkapesitse kobo ya ho pholoswa, a nkwahela ka seaparo sa ho loka, jwalokaha monyadi a ikgabisa ka moqhaka, a ikgabisa jwaloka moprista a ikgabisa, monyaduwa a tlatlapela mabenyane a hae. Jwalokaha mobu o medisa dimela tsa wona, tshimo le yona e medisa dijalo tsa yona, Morena Modimo o tla medisa ho loka le ho rorisa, tsena a di medise moo matjhaba wohle a di bonang. Ka baka la Sione ha nka ke ka kgutsa, ka baka la Jerusalema ha nka ke ka phomola, ho fihlela ho loka ha yona ho kganya ho kganya sa mafube a meso, topollo ya yona e tshwana le lebone le tukang. Baditjhaba ba tla bona ho loka ha hao, dikgosi tsohle di bone tlotla ya hao; wena o tla bitswa ka lebitso le letjha, leo o tla la rewa ke Morena ka seqo. Matsohong a Morena o tla ba mofapahlooho wa tlotla, matsohong a Morena o be moqhaka wa bokgosi. Ha o ka ke wa hlola o bitswa Molahluwa, kapa naha ya hao e bitswe Nanaola; empa o tla bitswa Monnyakalatsi, naha ya hao e bitswe Monyaduwa, hobane Morena o thabiswa ke wena, naha ya hao e tla ba mohatsa Morena. Jwalokaha mohlankana a nyala morwetsana, bara ba hao le bona ba tla o nyala; jwalokaha monyadi a thabela monyaduwa, Modimo wa hao le yena o tla o thabela. “Ke beile balebedi hodima marako a hao, wena Jerusalema, ba ke keng ba kgutsa motsheare le bosiu: Lona ba rapelang Morena le se ke be la kgutsa, Morena le se ke be la mo fa phomolo, ho fihlela a hlomamisa Jerusalema, a etsa hore lefatsheng mona e be Sebabatso! “Morena o hlapantse ka tsoho le letona la hae, a hlapanya ka matla a tsoho la hae, a re: Ruri ha nka ke ka hlola ke fana ka mabele a hao, ke a nea dira tsa hao hore e be dijo tsa tsona; baditjhaba ha ba ka ke ba hlola, ba enwa veine ya hao, veine eo o e sebeleditseng ka thata. Ba kotulang mabele ke bona ba tla a ja, ba a je, ebe ba rorisa Morena; ba kgang morara ke bona ba tla nwa veine, ba e nwelle mabaleng, mabaleng a Sehalalelo sa ka. ” Tswang! Tswang! ka dikgoro tsa motse, le lokise tsela ya tjhaba sa ka; batalatsang, batalatsang mmila, le suthise majwe, le phahamisetse ditjhaba tsohle mokgele. Morena o entse phatlalatso, a e etsa ho ya fihla dipheletsong, pheletsong tsa lefatshe: “Bolellang moradi wa Sione, le re: Mopholosi wa hao o sa le tseleng, o tla a nkile moputso wa hae, phetetso ya hae e mo eteletse pele. ” Ba tla bitswa tjhaba se halalelang, ba bitswe balopollwa ba Morena; wena o tla bitswa Mpatlwane, o bitswe motse o sa furallwang. Eo ya tswang Edomo ekaba ke mang, ya tswang Bosera aparo tsa hae di le kgubedu? Eo ya apereng tse ntlentle ekaba ke mang, ya hwantang ka bonatla bo boholo ba hae? “Ke nna ya buang ka tsa ho loka, ke nna ya nang le matla, matla a ho pholosa!” Ke hobaneng ha aparo tsa hao di le kgubedu, e ka tsa ya tlabikelang tlhotlelo sa veine? “Ke tlabiketse tlhotlelo sa veine ke le inotshi, hara baditjhaba ha ho ya kileng a ba le nna. Ke ile ka ba hatakela ke halefile, ka ba tlabikela ke loloma ke kgalefo; madi a bona a qaphaletsa aparo tsa ka, kobo tsohle tsa ka tsa silafatswa ke madi ao. Ke hopotse tsatsi leo ke tla iphetetsa ka lona, lemo sa topollo le sona se se se fihlile. Ka qamaka kahohle, empa ka hloka mothusi, ka makala haholo ha ke bona ho se motshehetsi; yaba tsa pholoho ke di sebetsa ka letsoho la ka, kgalefo ya ka ya eba yona motshehetsi wa ka. Ke ile ka hatakela ditjhaba ke halefile, ka di tsherehanya ke loloma ke kgalefo, madi a tsona ka a tshollela fatshe.” Ke tla bolela tsa rato la Morena le sa feleng, le ketso tseo a lokelang ho di rorisetswa, ho ya ka tsohle tseo a re etseditseng tsona, melemo e meholo ho ba ntlo ya Iseraele, eo a ba abetseng yona ho ya ka mehauhelo ya hae, le ho ya ka ketso tsa hae tsa lerato, tse ngata. “Ruri ke tjhaba sa ka,” ho rialo Morena, “bana ba ka ba ke keng ba bua leshano;” kahoo ya eba yena Mopholosi, Mopholosi wa bona, matshwenyeho wohle a bona le yena a mo tshwenya. Hase lengeloi le ba pholositseng, ba pholositswe ke Morena ka seqo, ka lerato le ka mohau wa hae a ba lopolla; ho tloha kgale a ba nka, a ba a ba jara. Empa ba fetohela Morena, Moya o Halalelang ba o swabisa, ka baka leo, yena a fetoha sera sa bona, a ba lwantsha e le yena ka seqo; ke ha ba hopola matsatsi a fetileng, ba hopola Moshe le tjhaba sa habo, ba re: “O kae ya neng a tshedise modisa, a mo tshedisa le mohlape wa hae lewatleng? O kae ya neng a theole Moya o Halalelang wa hae, a o theolela hodima Moshe? O kae ya neng a tataise tsoho le letona la Moshe, a le tataisa ka tsoho le tlotlehang la hae; ya neng a arohanye metsi kapele ho bona, a etsa hore bitso la hae le tume kamehla yohle? O kae ya neng a ba tshedise, a ba tshedisa hara madiba?” Jwaloka pere e sa kgoptjweng hara lehwatata, le bona ha ba tshela ha ba a ka ba kgoptjwa. Jwaloka dikgomo tse theohelang kahara kgohlo, Moya wa Modimo o ile wa ba phomotsa. Tjhaba sa hao o se tataisitse tjena, hore o iketsetse lebitso le tlotlehang. Wena ya leahong la hao le halalelang, le tlotlehang, tadima fatshe, o le lehodimong, o bone! E kae tjheseho ya hao, a kae matla a hao? E kae kutlwelobohloko ya hao, o kae mohau wa hao? Oho, Morena, o re hanetse ka tsona! Wena Morena, ke wena ntata rona, le hoja Aborahama a sa re tsebe, le Iseraele a sa re letho ka rona, oho, wena Morena, ke wena ntata rona, Molopolli wa rona: Ke bitso la hao la kamehla yohle. O re tloheletseng, Morena, ho kgeloha tsela tsa hao? O thatafaleditseng pelo tsa rona, hore re se ke ra o tshaba? Kgutla ka baka la rona bahlanka ba hao, rona merabe eo e leng lefa la hao. Ke hobaneng ha ba kgopo ba futuhetse Sehalalelo sa hao, dira tsa rona di hataketse baka se halalelang sa hao. Re tshwana le bao o eso ba buse ho tloha kgale, ba eso ka ba bitswa ka lebitso la hao. Oho, hoja wa phetla mahodimo wa theoha, thaba di tle di reketle ha di o bona! Jwalokaha mollo o hotetsa patsi, metsi a bele, le wena theoha, dira tsa hao di tsebe bitso la hao, o etse hore tjhaba di thothomele ha di o bona! Ha o ne o etsa tse tshosang, tseo re neng re sa di lebella, o ile wa theoha, thaba tsa reketla ha di o bona. Ho tloha mehleng ya kgalekgale ha ho ya kila utlwa, ha ho ya kila bona Modimo e mong ntle ho wena, Modimo ya thusang ba mo tshepileng. O thusa ba etsang ho loka, ba ho etsang ba thabile, bona ba hopolang ditsela tsa hao. Leha o no halefile re nnile ra etsa dibe; ebe jwale re ka pholoswa jwang? Bohle re tshwana le motho, le motho ya sesila, ketso tsohle tsa rona tse lokileng di ka dikatana tse ditshila; bohle re omella sa lehlaku le omella, dibe tsa rona di re fefola sa moya ha o fefola. Ha ho na motho ya ipiletsang ho wena, kapa ya lekang hore a o kgomarele; hobane o re patetse fahleho sa hao, wa etsa hore re motele ka baka la dibe tsa rona. Leha ho le jwalo, Morena, wena o ntata rona; rona re letsopa, wena o sebopi, bohle re mosebetsi wa matsoho a hao. Oho, Morena, se ke wa halefa, wa halefa ho feta tekanyo; se hopole dibe tsa rona, wa di hopola kamehla yohle. Ako hopole hore re tjhaba sa hao. Metse e halalelang ha hao e fetohile lehwatata, Sione ke lehwatata, Jerusalema ke nanaola. Tempele e halalelang, e tlotlehang ya rona, moo o neng o rorisetswa teng, o roriswa ke baholoholo ba rona, e tjhesitswe ka mollo, ya re lore! Tsohle tsa bohlokwa di fetohile masupi. Na tse etsahetseng tsee ha di o ame? Na ha o na ho etsa letho, Morena? Na o tla fela o kgutse, o re otle ho feta tekanyo? “Ke ne nka araba ba sa reng letho ka nna; ke ne nka fumanwa ke ba sa kang ba mpatla. Ho tjhaba se neng se sa nthapele ka re: Ke nna enwa! Ke nna enwa! Ke qetile letsatsi lohle ke otlolotse matsoho a ka, ke a otlolletse setjhaba, tjhaba se melala e thata se itsamaelang ka tsela ya sona e kgopo, se latelang mehopolo ya sona feela. Ke tjhaba se mphephetsang kamehla ke se shebile, se etsetsang mahlabelo ka dirapeng, se tjhesetsang mokubetso hodima aletare ya ditene. Ke tjhaba se itulelang hara mabitla, se qetang masiu se entse tebelo ya sephiri; se itjellang le nama ya dikolobe, seo pitsa tsa sona di nang le moro wa tse manyala. Ke tjhaba se reng: Emella thokwana, o se atamele ho rona, hobane rona re halalela haholo, re halalela ho o feta! Batho ba jwalo ba nkga sa mosi nkong tsa ka, ba ka mollo o qetang tsatsi lohle o tuka. “Tsohle di se di ngotswe, di kapele ho nna, ha nka ke ka kgutla, ke busetsa molamu sefateng, ke o busetsa sefateng ka sefutho se le seholo, ka baka la dibe tsa lona le tsa baholoholo ba lona,” ho rialo Morena. “Ba ne ba tjhesetse mokubetso hodima dithaba, ba nnyefola ha ba le hodima maralla, ka baka leo, ke tla ba lekanyetsa moputso, ketso tsa bona tsa pele ke di putse ka ho tlala.” Morena o bua tjena: “Ha morara o lesihleng o sa na le lero, batho ba ye ba re: Le se ke la o lahla, hobane o sa na le molemo. Ka baka la bahlanka ba ka le nna ke tla etsa jwalo, ha nka ke ka ba timetsa, ka ba timetsa bohlebohle. Ke tla sitsa Jakobo ka ditloholo, tsa Juda tsona e be majalefa, majalefa a thaba tsa ka; thaba tseo e tla ba lefa la bakgethwa ba ka, mme bahlanka ba ka ba tla aha ho tsona. Metebo ya dikgutshwane e tla hlongwa Sharone, kgohlong ya Akore makgomo a bothe teng, e le mehlape ya tjhaba sa ka, tjhaba se mpatlang. “Empa ha e le lona ba furallang Morena, ba lebalang thaba ya ka, thaba e halalelang, ba batlang leseho ka ho nyehella Tosa ka dijo, ba nyehellang Sefalabohoho ka jwala bo bohale; lona ke tla le abela sabole, bohle le tla kgumama ba le bolaye, hobane ha ke bitsa ha le a ka la arabela, ka bua le lona la se ke la mamela. Le entse bokgopo moo ke ntseng ke le bona, la ikgethela dintho tse sa nthabiseng.” Ka baka leo, Morena Modimo o bua tjena: “Bahlanka ba ka ba tla kgora, empa lona le tla lapa; bahlanka ba ka ba tla nwa, empa lona le tla nyorwa; bahlanka ba ka ba tla thaba, empa lona le tla swaba. Bahlanka ba ka ba tla bina, ba bine hobane pelo di nyakaletse; empa lona le tla lla, le lliswe ke pelo tse bohloko, le bokolliswe ke ho tubeha ha meya ya lona. Le tla siela bakgethwa ba ka bitso la lona, bona ba tla le sebedisa ha ba etsa thohako; lona, Morena Modimo o tla le bolaya, bahlanka ba hae a ba bitse ka lebitso lesele. Ya kopang tlhohonolofatso mona lefatsheng, o tla kopa ho hlohonolofatswa ke Modimo wa nnete; ya hlapanyang mona lefatsheng, o tla hlapanya ka Modimo wa nnete, hobane tsietsi tsa pele di tla be di lebetswe, le mahlong a ka di se di patehile.” “Bonang, ke bopa mahodimo a matjha le fatshe le letjha, dintho tsa kgale ha di sa tla hopolwa, ha di ka ke tsa hlola di sa nahanwa. Lona thabang, le nyakalle kamehla, le nyakallele tseo ke di bopang. Ke tla bopa Jerusalema e nyakaletseng, baahi ba yona e be ba tletseng thabo. Ke tla nyakallela Jerusalema, tjhaba sa ka le sona ke se thabele. Ha ho sa tla utlwahala dillo Jerusalema, leha e le mehoo ya ba ditsietsing. “Ha ho sa tla ba ngwana ya shwang e le lesea, ha ho motho ya sa tlo qeta lemo tsa hae tsa pallo, ya shwang lemo tsa hae di le lekgolo ho tla thwe o shwele e sa le mohlankana; ya sa qeteng lemo tse lekgolo a phela, yena ke moetsadibe, o rohakehile. Ba tla haha matlo, mme ba phele ho wona; ba tla lema morara, ba je tholwana tsa wona. Ha ba sa tla haha matlo, ebe ho wona ho phela basele; ha ba sa tla hlola ba lema, ebe jwale ho ja basele; tjhaba sa ka se tla phela halelele, se phele halelele jwalokaha sefate se phela, bakgethwa ba ka ba je ditholwana. ba je tholwana tsa matsoho a bona. Ha ba ka ke ba sebeletsa lelea, kapa ba tswalla bana ba bona, ba ba tswalla ditsietsi, ke peo ya ba hlohonolofaditsweng, ba hlohonolofaditsweng ke Morena, bona mmoho le ditloholo tsa bona. Ke tla arabela ba eso ka ba ipiletsa, ke be ke ba utlwe e le hona ba ntseng ba rapela. Phiri le konyana di tla fula di le mmoho, tau e je jwang jwalokaha pohwana e bo ja, sehahabi sona se phele ka ho ja lehlabathe. Ha di ka ke tsa ntsha kotsi leha e le ho bolaya, hohlehohle thabeng ya ka, thabeng e halalelang,” ho rialo Morena. Morena o bua tjena: “Lehodimo ke terone ya ka, lefatshe ke bonamelo ba maoto a ka. E kae ntlo eo ba nkgahelang yona? Se kae sebaka seo ke tla phomola ho sona? Ntho tsena tsohle di entswe ke nna, ka di etsa, mme jwale di teng,” ho rialo Morena. “Ya tjena ke yena eo ke mo ratang: Ya ikokobeditseng, ya moya o robehileng, ya thothomelang ha a utlwa lentswe la ka. Empa ya etsang mahlabelo ka poho, o tshwana le mmolai wa motho; ya etsang nyehelo ka konyana, o tshwana le ya robang ntja molala; ya etsang nyehelo ka dijo, o tshwana le ya nyehelang ka madi a kolobe; ya tjhesang mokubetso ho etsa kgopotso, o tshwana le ya kgumamelang modimo wa bohata. E, ba ikgethetse tsela tsa bona, meya ya bona e thabela manyala a bona. Le nna ke tla ba otla ka kotlo e bohloko, ke ba tlisetse sona seo ba se tshabang. Ha ke ne ke bitsa, ha ho ya kila arabela, ha ke ne ke bua, ha ba a ka ba mamela. Ba entse bobe moo ke ntseng ke ba shebile, ba ikgethela dintho tse sa nthabiseng.” Lona ba thothomelang ha Morena a bua, mamelang dipolelo tsa hae: “Bana babo lona ba le hloileng, ba le kgesang ka baka la lebitso la ka, ba re: Morena ha a ke a tlotliswe, re bone thabo ya lona! Empa bona ba tla hlajwa ke dihlong. Utlwang morusu o tswang kahara motse! Utlwang lerata le tswang ka Tempeleng! Ke modumo o tswang ho Morena, o putsa dira tsa hae ho ya ka mesebetsi ya tsona. “Mosadi o belehile a eso utlwe mahlaba a pelehi, a beleha mora, mahlaba a pelehi a eso mo fihlele. Ya kila utlwa ntho e tjee ke mang? Ya kila bona ntho tse tjee ke mang? Na fatshe le ka boptjwa ka tsatsi le le leng, kapa sona setjhaba sa tswalwa ka motsotswana? Eitse ha Sione e utlwa mahlaba a pelehi, yaba e beleha bana ba yona hanghang. Na nka fihlisa mosadi kgatheng la ho beleha, yaba ke thibela ho tswalwa ha ngwana wa hae?” ho rialo Morena. “Na ke ye ke kwale popelo ya mosadi, ke e kwale ka nako ya pelehi?” ho rialo Modimo wa hao. “Lona bohle ba ratang Jerusalema, thabang le nyakalle mmoho le yona; lona bohle ba e llelang, thabang haholo mmoho le yona. Matsweleng a yona le tla anya le kgotsofale, le tshedisehe, le mokonye haholo, le thabele ho sisa ha yona.” Morena o bua tjena: “Ke tla e tlisetsa kgotso sa noka e tletseng, ke e tlisetse maruo a ditjhaba sa nokana e tletse tswete! E tla le anyesa, e le sike ka matsoho a yona, lona le bapalle mangweleng a yona. Jwalokaha mosadi a bobisa ngwana wa hae, le nna ke tla le tshedisa jwalo, ke le tshedise le le Jerusalema.” Ha le bona tsena pelo tsa lona di tla nyakalla, le tlokome jwaloka jwang ha bo tlokoma. Bahlanka ba Morena ba tla tseba matla a hae, dira tsa hae tsona di bone kgalefo ya hae. Bonang, Morena o tla a le hara mollo, kariki tsa hae tsa ntwa di ka setsokotsane, kgalefo ya hae e tlokomang o e dihela ka mabifi, malakabe a mollo ke yona kgalemo ya hae. Morena o tla ahlola bohle ka mollo le ka sabole, bao a tla ba bolaya e tla ba boiyane. “Ba ikgalaletsang, ba itlhwekisang, ba itlhwekisetsa ho kgumamela medingwana, ho e kgumamela masimong, ba emeng kamora sefate se bohareng ba tshimo, ba jang nama ya dikolobe le ya ditweba, le tse manyala, bana ba tla timetswa kaofela,” ho rialo Morena. “Ke tseba diketso tsa bona le mehopolo ya bona; nako e tla fihla, ke kgobokanye ditjhaba, le ba dipuo tsohle, bohle ba tla tla ba bohe tlotla ya ka. “Ke tla etsa pontsho hara bona, ba phonyohileng ke ba romele ditjhabeng tsa Tarshishe, le Pule, le Lode, e leng tsona tse tummeng ka ho fula ka metsu. Ke tla ba romela Tubale le Jafane, le dihlekehlekeng tse hole, tse eso utlwe botumo ba ka, tse eso bone le yona tlotla ya ka; ba tla phatlalatsa tlotla ya ka hara ditjhaba. Ba tla tlisa bana babo lona bohle, ba ba tlise ba etswa ditjhabeng, ba ba tlise ho Morena e le nyehelo, ba ba tlise ba palame dipere, le kariki tsa ntwa le makoloi, ba ba tlise ba palame dimmeile le dikamele, ba ba tlise Jerusalema, thabeng ya ka e halalelang,” ho rialo Morena. “Ba tla ba tlisa sa bana ba Iseraele, ba tlisa nyehelo, ba e tlisa ka Tempeleng ya Morena, ba e tlisa e le ka janeng se hlwekileng. Ba bang ba bona ke tla ba etsa baprista, ke ba etse Balevi,” ho rialo Morena. “Jwalokaha mahodimo a matjha le lefatshe le letjha, e leng dintho tseo ke tla di bopa, di tla ba kapele ho nna kamehla,” ho rialo Morena, “ditloholo tsa ona di tla hlola jwalo, le lona lebitso la lona le hlole jwalo.” Morena o re: “Batho bohle ba tla nkgumamela, ba nkgumalele ha kgwedi ka nngwe e thwasa; ba nkgumamele ka Sabatha se seng le se seng. Ba tla tsamaya, ba yo bona ditopo, topo tsa ba ileng ba ntshitelwa; boko tse ba jang ha di ka ke tsa eshwa, mollo o ba tjhesang ha o ka ke wa tima, mme batho bohle ba tla ba nyonya.” Tsena ke dipolelo tsa Jeremia, mora wa Hilekiya, e mong wa baprista ba motse wa Anatote, o naheng ya Benjamine: Lentswe la Morena le ne le mo fihlele mehleng ya Josiya, mora wa Amona, kgosi ya Juda, ka selemo sa leshome le metso e meraro sa puso ya hae; la mo fihlela hape mehleng ya puso ya Jehoyakime, mora wa Josiya, kgosi ya Juda; la nna la mo fihlela jwalo ho isa selemong sa leshome le motso o mong sa puso ya Sedekiya, mora wa Josiya, kgosi ya Juda, mme ka kgwedi ya bohlano ya sona selemo seo, baahi ba Jerusalema ba thopuwa. Yaba lentswe la Morena le a mphihlela, le re: “Ke o tsebile ke eso o bope ka popelong ya mmao, ka ba ka o halaletsa o eso tswalwe, ka o kgethela ho ba moporofeta wa ditjhaba.” Yaba nna ke re: “Oho, Morena Modimo, nna ha ke tsebe ho bua, hobane ke sa le ngwana.” Empa Morena a re ho nna: “Se ke wa re: Ke sa le ngwana, hobane o tla ya ho bohle bao ke tla o roma ho bona, o ba bolelle tsohle tseo ke tla o laela tsona. O se ke wa ba tshaba, hobane ke na le wena, mme ke tla o pholosa,” ha rialo Morena. Yaba Morena o otlolla letsoho la hae, o ama molomo wa ka ka lona, o re: “Bona, ke kentse mantswe a ka ka molomong wa hao. Kajeno lena ke o nea matla hodima ditjhaba le hodima mebuso, hore o motsule o be o heletse, o timetse o be o phethole, o hahe o be o hlome.” Lentswe la Morena la boela la mphihlela, la re: “Jeremia, o bonang?” Nna ka araba, ka re: “Ke bona lekala la sefate se kang sa perekisi.” Yaba Morena o re ho nna: “O bona hantle, hobane ke fadimehetse hore lentswe la ka le phethahatswe.” Lentswe la Morena la boela la mphihlela kgetlo la bobedi, la re: “O bonang?” Nna ka re: “Ke bona pitsa e belang, eo molomo wa yona o furaletseng leboya.” Morena a re ho nna: “Koduwa e tla hlaha e etswa leboya, baahi bohle ba naha ena e ba wele hodimo. Ke kgatheng la ho mema ditjhaba, tjhaba tsohle tsa mebuso, mebuso e ka leboya,” ho rialo Morena. “Kgosi tsa bona di tla emisa terone tsa tsona, di di emise kapela dikgoro tsa Jerusalema; di tla di emisa ho potapota marako, di di emise metseng yohle ya Juda. Tjhaba seo sa ka ke tla se ahlola, ke se ahlolele bokgopo ba ho mphuralla, ba ho etsa mahlabelo, ho a etsetsa medimo esele, ho kgumamela medimo e entsweng ka matsoho a sona. “Ka baka leo, wena itlame letheka, o eme, o bue le tjhaba seo, o se bolelle tsohle tseo ke o laelang tsona. O se ke wa tshaba ha o se bona, esere ka o tshosa o le kapela sona. Bona, kajeno ke o etsa qhobosheane, tshiya ya tshepe le lerako la lethose, hore o eme senna kapela naha yohle, kapela dikgosi le kgosana tsa Juda, kapela baprista le baahi ba Juda. ba tla o tsohela matla, ba o lwantshe, empa ho o hlola ba ke ke be ba o hlola, hobane ke na le wena ho o namolela,” ho rialo Morena. Lentswe la Morena la boela la mphihlela, la re: “Tsamaya o yo howeletsa hore baahi ba Jerusalema ba utlwe, o re Morena o bua tjena: “ Ke hopola ho nkgomarela ha hao botjheng ba hao, kamoo o nthatileng kateng o sa le monyaduwa, wa ntshala morao lehwatateng, naheng eo ho sa jalwang, ho sa jalwang letho ho yona. Ho Morena, Iseraele e ne halalela, e le dilopotsiya tsa kotulo ya hae; bohle ba di jang ba ne ba le molato, bobe bo ba wela hodimo, ” ho rialo Morena. Lona ba ntlo ya Jakobo, le ba malapa wohle a ntlo ya Iseraele, utlwang lentswe la Morena. Morena o bua tjena: “Baholoholo ba lona ba bone kgopo ba ka e le bofe, ha ba ile ba mphuralla, ba mathelaka mafeela, mme jwale ba fetohile mafeela? Ke hobaneng ba sa kang ba botsa, ba re: O kae Morena ya re nyolotseng naheng ya Egepeta, yena ya ila re fetisa hara lehwatata, naheng ya mahlabathe le ya madumela; naha e sekaka, e leng naha ya matshabeho, eo ho seng ya kila tsamaya ho yona, eo motho a eso phele ho yona?>*** Ke le tlisitse naheng e manoni, hore le je tholwana tsa yona le menate ya yona; empa ha le fihla le ile la e silafatsa, lefa la ka la le fetola manyala. Baprista ha ba a ka ba re: O kae Morena? Ditsebi tsa Molao ha di a hlola di sa ntseba, babusi ba setjhaba le bona ba mphetohela; baporofeta ba porofeta ka lebitso la Baale, ba latela medimo e ke ke ya ba thusa.” “Kahoo ke tla le qosa,” ho rialo Morena, “ke be ke qose le tloholwana tsa lona. Eyang hlekehlekeng tsa Kitime le ke le bone, le romele maqosa Kedare, le hlahlobe hantle, le bone na ho tjena ho kile ha eba teng. Na tjhaba se teng se kileng sa fetola medimo ya sona, le hoja medimo eo e ne le ya bohata? Empa tjhaba sa ka se anantse nna, nna Tlotla ya sona, sa nkananya ka medimo e se na thuso. Lona mahodimo tsotang, le makalle sena, le thothomele, le tshabe haholo,” ho rialo Morena. “Tjhaba sa ka se entse dibe di le pedi: Se furaletse nna, diba sa metsi a phoroselang, sa itjhekela diqanthana tseo e leng tsa sona, qanthana tseo metsi a ke keng a ema ka ho tsona.” “Na Iseraele ke mohlanka ya tswetsweng e le lekgoba? Ho ya kang ha a sa fetohile lelobelo? Tawana di a puruma, di a mo kgobolaka, naha ya hae di e fetotse nanaola, metse ya hae ke masupi, ha e na baahi. Banna ba Nofe le ba Tahepanehese, le bona ba se ba mmeotse lekorana. Na hase wena ya ipileditseng hoo ka ho furalla Morena, Modimo wa hao, nakong ya ha a ne a o tsamaisa tseleng? O ratelang ho ya Egepeta ho ya nwa metsi a Shihore? O ratelang ho ya Asiria ho ya nwa metsi a Noka? Bokgopo ba hao ke bona bo tla o otla, ho mphuralla ha hao hona ho o kgaleme. Imamele ke hona o ele hloko kamoo o babelwang ke bokgopo ba hao, ha o furalla Morena, Modimo wa hao, o bile o so sa ntshabe le ho ntshaba,” ho rialo Morena, Modimo wa mabotho. “Joko ya hao ke kgale o no e robe, marapo a yona wona wa a kgaola, wa re: ha ke sa tla ba lekgoba la hao! Yaba o hlwella hodima maralla, tlasa difate tse talana wa lelera, wa paqama fatshe ho etsa bootswa. Ke ne ke o hlomme sa morara o motlemotle, sa morara o jetsweng ka peo e butswitseng; jwale o ile wa mphuralla jwang, wa fetoha hlahlaane ya morara wa naha? Leha o ka ba itlhatswa ka sota, wa itlhatswa ka sesepa se le sengata, ke tla nne ke bone letheba la molato wa hao,” ho rialo Morena Modimo. “O ka bua jwang, wa re: Ha ke a silafala; ha ke a ka ka petlapetla kamora bo-Baale? Hlahloba boitshwaro ba hao ba ka kgohlong, o nahane seo o ileng wa se etsa! O tshwana le kamele e palesitse, e parakanya, e kgaohanya tsela tsa yona; o ka tonki e hlaha, e tlwaetseng lehwatata, e fofonelang moya ha e fihletswe ke takatso; ha e palesitse e ka thibelwa ke mang? Poho tse e batlang di ke ke tsa ikgathatsa, di tla e fumana ka kgwedi ya ho tlolelwa. Kgaotsa ho tsamaya, oto le se fellwe ke meqathatso, mmetso wa hao o se omelle ke lenyora. Empa wena o itse: Tjhe, ha ho na thuso! Nna ke ithatela medimo, medimo ya baditjhaba, mme ke tlameha hore ke e sale morao! ” “Jwalokaha leshodu le hlajwa ke dihlong, le hlajwa ke dihlong ha le tshwerwe, Baiseraele le bona ba hlajwe ke dihlong jwalo, bona le dikgosi le mahosana a bona, le baprista le baporofeta ba bona. Ba re ho sefate: Wena o ntata rona! Ho lefika ba re: Rona re tswetswe ke wena! Ba mphuraletse, fahleho tsa bona ha di ntadime; athe ka nako ya ditsietsi ba re: Ako tle, o re pholose! “E kae jwale medimo ya lona, medimo ya maiketsetso? A e ke e tle haeba e tseba ho le pholosa nakong ena ya lona ya ditsietsi! Palo ya metse ya hao, wena Juda, e lekana le palo ya medimo ya hao. “Ke ka baka lang ha le phea kgang le nna? Kaofela ha lona le ba mphetohetseng,” ho rialo Morena. “Ke otlile bara ba lona, empa thuso ha e yo; kgalemelo ya ka ba hanne ho e mamela; sabole tsa lona di jele baporofeta ba lona, tsa ba ja sa tau e harolakang. “Lona ba moloko ona, mamelang lentswe la Morena: Na ke bile lehwatata ho Baiseraele, ka ka naha e lefifi ho bona? Ke ka baka lang ha tjhaba sa ka se re: Rona re tla iketsetsa borata, ha re ka ke ra kgutlela ho wena?>*** Na morwetsana a ka lebala mekgabiso ya hae, monyaduwa a lebala aparo tsa hae? Empa tjhaba sa ka sona se ntebetse, se ntebetse ka ditshiu di se na palo! O hlalefetse tsela tsa ho batla lerato, o rutile le diotswa tsela tseo tsa hao. Aparong tsa hao madi a fumanwe, madi a bafumanehi ba se nang molato, e seng madi a mashodu, dithuamatlo. Empa wena o re: Ha ke na molato! Ruri kgalefo ya Morena e tla mphapoha! Bona mona, nna ke tla o ahlola, hobane o re wena ha o a etsa sebe. O lelera hakaale ka baka lang, o tsamaya o kgeloha tsela tsa hao? O tla hlabiswa dihlong ke Egepeta, jwalokaha Asiria e o hlabisitse dihlong. Le moo Egepeta, o tla kgutla, o kgutle teng matsoho o a beile hloohong, hoba Morena o furaletse bao o ba tshepang, mme ba ke ke ba o fumantsha katleho.” Morena o re: “Ha monna a hlala mosadi wa hae, mosadi a mo tlohela, a nyalwa ke monna osele, na monna a ka kgutlela ho yena? Naha e ka silafala kahohle! O bile seotswa sa banna ba le bangata, na o ka boela wa kgutlela ho nna hape?” ho rialo Morena. “Phahamisa mahlo o tadime maralleng; ke kae moo o sa kang wa etsa bootswa teng? O ila emela banna kathoko ho tsela, wa ba lalla sa Moarabia lehwatateng. O silafaditse naha ka bootswa ba hao, wa e silafatsa le ka bokgopo ba hao. Kahoo mafafatsane a ile a thibelwa, pula ya hwetla le yona ya se ke ya na; empa wa tiisa phatla jwaloka seotswa, wa ngangella, dihlong tsa se ke tsa o hlaba. Ha ke re o qeta ho ipiletsa, o ipiletsa ho nna, o re: Ntate, motswalle wa ka ho tloha botjheng ba ka, na o tla nkgalefela kamehla, disuwa tsa hao e be tsa mehla yohle? Dintho tsena tsohle o di buile, wa etsa bokgopo bohle ka boithatelo ba hao.” Mehleng ya puso ya kgosi Josiya, Morena a boela a re ho nna: “Na o bone kamoo Iseraele wa mokwenehi a entseng kateng? O hlweletse hodima maralla wohle a phahameng, a ya tlasa difate tsohle tse talana, a etsetsa bootswa hona moo. Yare hoba a etse tsena tsohle ka re: O tla kgutlela ho nna! Empa ha a a ka a kgutla. Jwale kgaitsedi ya hae Juda, ya hlokang botshepehi, le yena a bona tsena. Iseraele ya hlokang botshepehi ka mo hlala, ka ba ka mo nea lengolo la tlhalo, ka baka la tsohle tsa bokwenehi ba hae, le tsa bohlola boo a bo entseng, empa Juda, kgaitsedi ya Iseraele e hlokang botshepehi, ha a a ka a tshaba, yaba le yena o etsa bootswa. Kahoo Iseraele o silafaditse naha ka bootswa ba hae bo se nang dihlong, a etsa bofebe ka ho kgumamela majwe le difate. Empa leha tsena tsohle di etsahetse, Juda, kgaitsedi ya Iseraele e hlokang botshepehi, ha a a ka a kgutlela ho nna ka pelo ya hae yohle, o tlile ka mano feela,” ho rialo Morena. Jwale Morena a re ho nna: “Iseraele wa mokwenehi o iponahaditse a lokile ho feta Juda ya hlokang botshepehi. Eya, o yo phatlalatsa molaetsa ona ka leboya, o re: “Kgutla, wena Iseraele wa mokwenehi,” ho rialo Morena. “Ha nka ke ka hlola ke o sosobanyetsa sefahleho, hobane ke mohau,” ho rialo Morena. “Ha ke na ho o halefela kamehla yohle. Dumela feela molato wa hao, Hore o fetohetse Morena, Modimo wa hao, rato la hao, wa le hafela medimo esele, wa le hafa o le tlasa difate di le talana; esita le nna ha o a ntlhompha,” ho rialo Morena. Morena o re: “Kgutlelang ho nna, lona bana ba kwenehileng, hobane ke nna Morena wa lona. Ke tla nka motho a le mong motseng o mong le o mong, ke nke ba babedi morabeng o mong le o mong wa Iseraele, ebe ke le isa Sione. Ke tla le nea babusi ba tla ntlhompha, ba tla le tsamaisa ka tsebo le ka kutlwisiso.” Hape Morena o re: “Matsatsing ao, etlare ha le eketseha, le anafala naheng eo, ebe batho ha ba sa bua ka areka ya selekane sa Morena! Ha ba sa tla bua ka yona kapa ba e hopole, kapa ba e hlolohelwe, mme ba ke ke ba etsa e nngwe hape. Ha nako eo e fihla, Jerusalema e tla bitswa terone ya Morena, ditjhaba tsohle di phuthehele Jerusalema ho ya kgumamela Morena. Tjhaba tseo di ke ke tsa hlola di etsa seo dipelo tsa sona tse manganga, tse kgopo, di lakatsang hore se etswe. Ka nako eo, ba ntlo ya Juda ba tla kopana le ba ntlo ya Iseraele, ba falle mmoho naheng e ka leboya, ba fallele naheng eo ke e neileng bo-ntata lona moholo hore e be lefa la lona.” Yaba Morena o re: “Ke ne ke tla thabela ho le etsa bana ba ka, ke le abele naha e kgahlehang, lefa le letle ho feta mafa a tjhaba tsohle. Ka ba ka re: Lona le tla mpitsa Ntate, mme le ke ke la kgaotsa ho ntatela. Empa jwaloka mosadi ya hlokang botshepehi, a bo hloke a ba a tlohele monna, le lona ba ntlo ya Iseraele le ntlohetse le ntlhoketse botshepehi.” ho rialo Morena. Lentswe le llang le utlwahetse hodima maralla, e le dithapelo tsa bana ba Iseraele, hoba ba kgelohile ditsela tsa bona, ba lebetse Morena, Modimo wa bona. “Kgutlang lona bana ba bakwenehi! Bokwenehi boo ba lona ke tla bo phekola!” “Bona, ke rona bana, re tla ho wena, hobane o Morena, Modimo wa rona. Ho rapella hodima maralla ha ho thuse letho, lereberebe le hodima dithaba ha le thuse letho; ruri Morena, Modimo wa rona, ke yena Mopholosi wa Baiseraele. Ho tloha botjheng ba rona bo-Baale ba jele, ba eja tse sebeditsweng ka thata ke bo-ntata rona: Mehlape ya dikgutshwane le mehlape ya dikgomo, bara ba bona le baradi ba bona. A re paqameng fatshe ka dihlong tsa rona, sekgobo sa rona se re aparele, hoba re sitetswe Morena, Modimo wa rona, rona mmoho le bo-ntata rona; ho tloha botjheng ba rona ho fihlela kajeno, ha re a ka ra mamela Morena, Modimo wa rona.” Morena o re: “Ha o rata ho kgutla, wena Iseraele, kgutlela ho nna. Ha o ka tlosa manyala a hao mahlong a ka, wa se ke wa hlola o kgeloha hape; ha o ka hlapanya ka nna Morena ya phelang, wa hlapanya ka nnete le ka botshepehi, le ka ho loka, ditjhaba tsohle ke tla di hlohonolofatsa, ditjhaba tsohle di tla ntlotlisa.” Ho banna ba Juda le ba Jerusalema, Morena o re: “Ikgatheleng dithite tsa lona, le se ke la jala hara meutlwa; bolokang selekane sa lona le nna, le ineele nna ka pelo tsa lona tsohle, lona banna ba Juda le baahi ba Jerusalema; esere kgalefo ya ka ya laima sa malakabe, ya tjhesa ho se ya ka e timang, ka baka la bokgopo ba ketso tsa lona.” “Bolelang kahara naha yohle ya Juda, le phatlalletse le Jerusalema, le re: Letsang lenaka kahara naha yohle! Hlabang mokgosi, le phuthehe, le re: Kgobokanang, le thee theko! Tshabelang metseng, metseng e sireleditsweng! Phahamisang mokgele, le lebe Sione! Potlakelang teng, le se ka la dieha! Ke tlisa koduwa e hlaha leboya, koduwa eo e tla ba nanaola.” Tau e tswile selaong sa yona, motimetsi wa ditjhaba o futuhile; o tswile hae ho senya naha ya hao, metse e be masupi, e hloke baahi. Apara tse mahwashe, o lle sa mmokotsane, kgalefo e tlokomang ya Morena ha e a re tlohela. “Mohla tsatsi leo,” ho rialo Morena, “pelo ya kgosi le tsa mahosana di tla nyahama, baprista ba tla tshoha, baporofeta ba tsielehe.” Yaba ke re: “Oho, Morena Modimo, ruri o thetsitse setjhaba sena, le yona Jerusalema, ka ho re: Le tla ba le kgotso, athe re se re le lekgatheng la ho bolawa ka sabole.” Ka nako eo ho tla bolellwa batho bana, le Jerusalema, ho thwe: “Moya o omeletseng o tla hlaha, o hlahe tutudung tsa lehlabathe, o fokele tjhabeng sa ka, o etswa lehwatateng; ha e yo ba wa ho olosa, ha e yo ba wa ho fefera, e tla ba lehodiotswana, hobane o tswa ho nna, ke tla be ke ba phatlalletse le dikahlolo tsa bona.” Sera se subuhlellana sa maru a phethesela, kariki tsa sona tsa ntwa di tla sa setsokotsane, belo la pere tsa sona le feta la ntsu. A rona bale! Re timetse ruri! Hlatswa bokgopo pelong ya hao, o bo hlatswe, o pholohe Jerusalema; pelo ya hao e tla kwetla mehopolo, e kwetle mehopolo e kgopo ho fihlela neng? Mokgosi o utlwahala o etswa Dane, o hlajwa thabeng ya Efraime ho bolela tlokotsi! “Tsena o di tsebise ditjhaba tsohle, o phatlalletse le Jerusalema: Mara a thibellang a tswa naheng e hole, a futuhela metse ya Juda ka mehoo ya ntwa, a e teela hare sa banna ba lebetse tshimo, hobane e mphetohetse, ” ho rialo Morena. “Boitshwaro ba hao le diketso tsa hao ke tsona tse tlisitseng tsena, tsa di tlisa ho wena; bona ke bona bokgopo ba hao. Bona kamoo bo babang kateng! Kamoo bo o kenang pelong kateng!” “Ke longwa ke mala! Ke longwa ke mala! Botebo ba pelo ya ka bo tletse mahlaba! Pelo ya ka e uba kahare ho nna; nke ke ka kgutsa, hobane ke utlwile modumo wa lenaka le mokgosi wa ntwa. Koduwa di fihla ka ho latellana, hobane fatshe lohle le senyehile; hanghang tente tsa ka di a senyeha, masira a tsona a tabohe ka ho panya ha ntshi. Ke tla bona mokgele ho fihlela neng, ke utlwe modumo wa lenaka ho fihlela neng? “Tjhaba sa ka se thotofetse, ha se sa ntseba, ke tseketseke tsa bana, ha se na kutlwisiso; ho etsa bokgopo se ho hlalefetse, ho etsa botle hona ha se ho tsebe.” Ka tadima lefatshe, mme ka le bona le se na sebopeho, le se na letho; le mahodimo ha ke a tadima, ka fumana le wona a se na leredi. Ka tadima dithaba, ka bona di thothomela, maralla wohle le wona a sisinyeha. Ka tadima hape, ka bona ho se na motho, nonyana tsohle tsa lehodimo di balehile. Ka boela ka tadima, ka bona masimo e le mehola, metse yohle ya moo e fetohile masupi, e heleditswe ke Morena ka kgalefo e tlokomang. Morena o bua tjena: “Lefatshe lohle le tla senyeha, empa ha ke na ho le timeletsa ruri. Kahoo lefatshe le tla ba le bofifi, mahodimo a hodimo le wona a fifale, hobane ke boletse, ke se ke rerile, nke ke ka fetoha kapa ka tjhetjha.” Ha rata la bapalami le ba diqha le utlwahala, baahi ba metse yohle ba tla baleha; ba tla kena merung, ba hlwelle hodima mafika; metse yohle e tla furallwa ke baahi ba yona, ha ho le ya mong ya tla phela ho yona. O tla etsang ha o so faladitswe? Leha o ka apara seaparo se sefubedu, leha o ka tlatlapela mekgabiso ya kgauta, fahleho sa hao wa se tlotsa ka kgokgotsi, ha o ka ke wa hlola o sa rateha, baratuwa ba hao ba tla o nyedisa, ba batle ho timetsa bophelo ba hao. Ke utlwile sello se kang sa mosadi a pepa, modumaelo o kang wa mosadi, mosadi wa letsibolana; sello sa moradi wa Sione ha a fehelwa, ha a itelela, a phakalatsa matsoho, a re: “Ka tla ka le bona! Bophelo ba ka bo matsohong a babolai!” “Nyolosang, le theose diterata, terata tsa Jerusalema; le qamake kahohle le hlokomele, le batlisise le mabaleng a motse; ha le ka fumana motho leha a le mong, motho ya etsang toka, ya batlang nnete, motse wa Jerusalema ke tla o tshwarela. Leha ba hlapanya, ba re: Ka Morena ya phelang, nnete ke hore ba hlapanya ka thetso.” Morena, ha ke re wena o batla nnete? O ba otlile, ha ba a utlwa bohloko; o ba kgahlotse, ha ba a boela tseleng, ba thatafaditse fahleho tsa bona sa lejwe, ba hanne ho bakela dibe tsa bona. Yaba nna ke re: “Bana ke bathwana ba hlokang tsebo, bao tsela ya Modimo ba sa e tsebeng, ba sa tsebeng taelo tsa Modimo wa bona. Ke tla ya ho ba baholo, ke buisane le bona; tsela ya Morena bona ba a e tseba, ba tseba le taelo tsa Modimo wa bona.” Empa kaofela ha bona joko ba e robile, marapo le wona ba a kgaotse. Kahoo tau tsa meru di tla ba bolaya, phiri tsa lehwatata di ba harolake, mangau a solle hara metse ya bona. Bohle ba tswelang kantle ba tla tsekollwa, hobane dibe tsa bona di ngatangata, bokwenehi ba bona bo feta tekanyo. “Nka o tshwarela tsee ka baka lang? Bana ba hao ba mphuraletse, ba hlapanya ka medimo eo e seng medimo. Hoba ke ba fepe, ba je sa mpanaphatloha, ba ile ba ikabela ho etsa bofebe, ba hlolokana matlung a diotswa. Ba ka poho tsa dipere tse fepehileng, tse batlang ho thokola, monna ka mong o lakatsa mosadi wa e mong. Na ha ke lokele ho ba otlela tsee?” ho rialo Morena. “Na tjhaba se tjee ha se lokelwe ke boiphetetso ba ka? “Kenang hara merara ya sona le e robake, feela le se ke la e roba kaofela ha yona; makala a yona le a kgaole, hobane makala ao hase makala a Morena. Ba ntlo ya Iseraele le ba ntlo ya Juda, ba ntlhoketse botshepehi haholo,” ho rialo Morena. Ba ile ba latola Morena, ba re: “Ha a ka ke a re etsa letho; bobe bo ke ke ba re wela hodimo, ntwa le tlala ha re sa tla di bona! Baporofeta bona ke moya feela, ha ba na molaetsa o tswang ho Morena; a ba ke ba timele ke hona!” Ka baka leo, Morena Modimo wa mabotho, o re: “Kaha setjhaba se buile mantswe ana, bona, polelo tsa ka tse tswang molomong wa hao, ke tla di etsa mollo, tjhaba sena e be patsi e tjheswang ke wona. Wena ntlo ya Iseraele,” ho rialo Morena, “ke tlisa tjhaba se tswang hole ho o futuhela, tjhaba sa kgale, sa boholoholo, tjhaba seo puo ya sona o sa e tsebeng, tjhaba seo leme le sona o sa le tsebeng. Dihlajwa tsa sona di ka bitla le ahlameng, kaofela ke tjhaba sa dinatla, natla tsa bahlabani. Se tla ja dijalo le dijo tsa hao, se je bara le baradi ba hao; se je mehlape ya dikgutshwane le ya dikgomo, se je morara le feiye ya hao. Metse e hahetsweng marako, eo o e tshepang, e tla timetswa ka sabole, e timetswe ke sera seo. “Leha ho le jwalo,” ho rialo Morena, “le hona matsatsing ao ha ke na ho le fedisa ho hang. Etlare ha batho ba botsa, ba re: Ke ka baka lang ha Morena Modimo wa rona, a entse tsee tsohle ho rona? Wena o tla ba bolella hore Modimo o re: Kaha le mphuraletse, la sebeletsa medimo esele mona naheng ya lona, kahoo le tla sebeletsa baditjhaba naheng eo e seng ya habo lona. “Bolelang tsena ho ba ntlo ya Jakobo, le di phatlalletse ba ntlo ya Juda, le re: Mamelang tsena, lona tjhaba se sethoto, lona tjhaba se se nang kutlwisiso, tjhaba se nang le mahlo empa se sa bone, tjhaba se nang le ditsebe empa se sa utlwe: Na ha le ntshabe?” ho rialo Morena. “Ha le thothomele keng ha le le kapele ho nna? Nna ya etseditseng lewatle moedi, ka o etsa ka lehlabathe, moedi o sa tloheng, oo le ke keng la o tlola? Maqhubu a ka tsudubutlana, a ka ke be a o tlosa! A ka kwasa a ratile, a ke ke be a o tlola! Empa tjhaba sena se manganga, se fetohaka feela; se se se kgelohile, mme jwale se iketse. Ha se sa bua le ka dipelo, sa re: A re tshabeng Morena, Modimo wa rona, ya re nesetsang dipula tsa hwetla, le mafafatsane a selemo ka nako ya teng; ya sa keng a lebala ho re tlisetsa dinako tse sa fetoheng, nako tsa ho kotula. Ditshito tsa lona di thibetse tsena, dibe tsa lona tsa le amoha melemo ena. “Batho ba kgopo ba teng tjhabeng sa ka, ba lallang sa batshosi ba dinonyana, sa ba tjhehang difi hore ba kgate batho. Jwalokaha serobe se ye se tlale dinonyana, matlo a bona le wona a tletse thetso, kahoo ba a matlafala, leruo la bona le ate. Ba a rotoloha, ba be moropotsana, ketso tse kgopo tsa bona ke tse se nang moedi; ha ba ahlole dinyewe ka toka, ha ba buelle dikgutsana dinyeweng, ha ba lwanele tokelo tsa mafutsana. Na ha ke lokele ho ba otlela tsee?” ho rialo Morena. “Na tjhaba se tjee ha se lokelwe ke boiphetetso ba ka? “Ntho e tshabehang, e nyonyehang haholo, e etsahetse kahara naha ena: Baporofeta ba porofeta leshano, baprista ba kgema le baporofeta, tjhaba sa ka se rata ha taba di eme jwalo. Le tla etsang ha tsee di fihla qetellong?” “Bana ba Benjamine, balehang, le tswe Jerusalema! Letsang lenaka le le motseng wa Tekowa! Hlabang mokgosi ka kganare ya mollo, le o hlabe hodima Bete-Kereme! Koduwa le timelo e kgolo di hlaha leboya. Ke tla timetsa moradi wa Sione, yena e motle, ya bokotswang haholo. Badisa ba tla mo futuhela ka mehlape ya bona, ba hlome tente tsa bona ho mo potapota, modisa ka mong a fudise kgulong la hae.” “Ba tla re: Itokisetseng ho mo futuhela! Emang, re futuheng ha tadi e anyesa! Re madimabe hakaakang! Tsatsi le se le sekame! Meriti ya mantsiboya e hlahlamela dithaba! Emang ke hona, re futuheng bosiu, qhobosheane tsa hae re di thuakanye! ” Morena wa mabotho o bua tjena: “Remang difate, le hahe metero, le etsetse Jerusalema thibella, Ona motse o lokelwa ke kotlo, kahare ho wona ho tletse kgatello. Jwalokaha sediba se kopotsa metsi, le motse ona o kopotsa bokgopo ho wona; mahahapa le timelo di utlwahala hara wona, kamehla ke bona bohloko ba wona le maqeba a wona. Itlhokomele ke hona, wena Jerusalema, esere lerato leo ke o ratang ka lona la mphella, ka o fetola nanaola, naha e hlokang baahi.” Morena wa mabotho o bua tjena: “Tjhaba sa Iseraele se tla fediswa ho hang, se tshwane le tshimo ya morara e kgwahlapisitswe. “Nka buisana le mang ka mo eletsa? Ke mang ya tla ke a mmamele? Tsebe tsa bona ke tsa leshoma, kahoo ha ba ka ke ba utlwa. Ntswe la Morena ba a le nyedisa, thabo ha ba e fumane ho lona. Le nna ke bipeditswe ke kgalefo ya Morena, ke se ke kgathetse ke ho e thibela. “E hlatsetse hodima bana, bana bana ba diterateng, hodima bahlankana, bahlankana bana ba kgobokaneng; monna le mosadi ba tla thoptjwa bobedi, ho thopuwe raputswe le ya seng a kgokgoba. Matlo a bona a tla abelwa basele, ho ajwe masimo, le basadi ba bona ka ho tshwana, ha ke otlollela tsoho la ka ho baahi ba naha ena,” ho rialo Morena. “Ho tloha ho e monyenyane ho isa ho e moholo, bohle ba labalabela ho fumana qhoqha; baporofeta le baprista ka ho tshwana, kaofela ha bona ba phela ka bolotsana. Maqeba a tjhaba sa ka ba a a oka jwalokaha eka ba oka mengwapo. Kgotso! Kgotso! ba rialo ho batho, le hoja ba tseba hore kgotso eo ha e yo. Na ba ke ba be dihlong ha ba entse manyala? Le ho ka! Ho hang ho bona dihlong ha di yo! Le ho pudufallwa ha ba pudufallwe; kahoo ba tla wela hara ba weleng, mohla ke ba otlang ba tla timela,” ho rialo Morena. Morena o bua tjena: “Emang mateanong a ditsela le qamake, le botse: Tsela ya kgale, e lokileng, e kae? Tsamayang ka yona, mme le tla fumana phomolo. Empa lona la re: Ha re ka ke ra e tsamaya! Yaba ke le kgethela balebedi, ka re: Mamelang modumo wa lenaka ha le lla! Empa lona la re: Ha re ka ke ra o mamela! “Ka baka leo, mamelang lona ditjhaba! Lona kaofela bonang se tla hlahela tjhaba sa ka! Wena lefatshe mamela! Tjhaba sena ke se tlisetsa koduwa, e leng tholwana ya merero ya sona, hoba ha se a mamela mantswe a ka, le molao wa ka se o lahlile. Mokubetso o tswang Sheba o ntlisetsa molemo ofe? Wa ntshwe e tswang naheng tse hole wona ke ofe? Nyehelo tsa lona tsa setjheso ha di amohelehe, le mahlabelo a lona ha a nthabise.” Kahoo Morena o bua tjena: “Ke tla hloma dikgopi tseleng ya tjhaba sena, di tla kgopa bo-ntata le bara ka ho tshwana, metswalle le ba ahelaneng le yona ba tla timela.” Jwale Morena o bua tjena: “Bonang! Tjhaba se tswang naheng e ka leboya se a tla; tjhaba se matla se tswa pheletsong tsa lefatshe. Se hlometse ka diqha sa hlomela le ka marumo se sehloho, se bile se hloka mohau; mantswe a sona a hwasa sa lewatle le befile; se palame dipere, se theile theko ya ntwa, se futuhela wena Moradi wa Sione.” Baahi ba Jerusalema ba re: “Botumo ba tjhaba seo re se re bo utlwile, matsoho a rona a lepeletse ke ho fokola; ditlokotsi le tsona di se di re apere, bohloko bo tshwana le ba mosadi, mosadi a kena tlung. Se tsweleng kantle la tsamaya hara naha, le ditseleng le se ke la tsamaya teng, hobane sera se hlometse ka disabole, tshabo le yona e fumanwa kahohle.” “Lona tjhaba sa ka, aparang tse mahwashe, le be le ipitike hara molora; le lle se bohloko sa mmokotsane, le lle jwalokaha eka le llela mora ya mong, hoba motimetsi o tla futuha, a futuhe ka ho tsometsa.” “Ke o entse mohlahlobi wa tjhaba sena sa ka, hore o tsebe tsela tsa sona, o di hlahlobe. Ke tjhaba sa bakwenehi, tjhaba se manganga, se tsamayang ka ho hafotsaka bohata; ke tjhaba se tshwanang le lethose le tshepe, kaofela ha sona ke tjhaba sa balotsana. Mofutho o futha haholo, loto e fella hara mollo; mohlwekisi o sebeletsa lelea: Ba kgopo ha ba ke ba tshekeha. Ba tla bitswa silefera e lahlilweng, kahobane Morena o ba lahlile.” Lena ke lentswe le ileng la fihla ho Jeremia, le etswa ho Morena, le re: “Ema monyako wa Tempele ya Morena, o phatlalatse lentswe lena o le hona teng, o re: Mamelang lentswe la Morena, lona bohle ba morabe wa Juda, ba kenang ka monyako ona ho tla kgumamela Morena. Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: Lokisang metsamao ya lona le diketso tsa lona, mme ke tla etsa hore le ahe sebakeng sena. Le se ke la tshepa dipolelo tsa leshano, tse reng: “Ena ke Tempele ya Morena, Tempele ya Morena, Tempele ya Morena!” “ Haeba le ka lokisa metsamao ya lona le diketso tsa lona hantle; haeba le ka sebeletsana ka toka; haeba le sa hatelle moditjhaba, kgutsana le mohlolohadi, mme le sa tsholle madi a se nang molato sebakeng sena; kapa le sa kgumamele medimo esele, e leng ntho e kotsi ho lona; ke tla etsa hore le ahe sebakeng sena, naheng eo ke neng ke e nee baholoholo ba lona, hore e be ya bona kamehla yohle. “ Bonang mona, le tshepa dipolelo tsa leshano, tse ke keng tsa le tswela molemo. Na le tla utswa, le bolaye, le febe, le hlapanye ka leshano, le tjhesetse Baale mokubetso, le kgumamele medimo esele, eo le sa e tsebeng; ebe le a tla, le fihla le ema kapele ho nna ka Tempeleng ee e bitswang ka lebitso la ka, le re: “Re namoletswe!” Le namoletswe ho etsa manyala aa wohle? Na Tempele ee e bitswang ka lebitso la ka, ho lona e fetohile lehaha la dinokwane? Empa hona ke ho bone! ho rialo Morena. “ Hona jwale eyang sebakeng sa ka se Shilo, moo ke neng ke qale ho etsetsa Lebitso la ka Leaho teng, le bone seo ke neng ke se etse sebakeng seo ka baka la bokgopo ba setjhaba sa ka sa Iseraele. Tsena tsohle le di entse, ho rialo Morena. Ke buile ho lona ka makgetlokgetlo, empa ha le a ka la mmamela. Leha ke le bitsa ha le a ka la nkarabela. Ka baka leo, seo ke ileng ka se etsa Shilo, ke tla se etsa Tempeleng ena e bitswang ka lebitso la ka, eo le e tshepang, le sebakeng sena seo ke neng ke se nee lona le baholoholo ba lona. Ke tla le leleka pela mahlo a ka, jwalokaha ke ile ka leleka bana babo lona, e leng ditloholo tsohle tsa Efraime. ” “Ka baka leo, wena Jeremia, o se ke wa rapella setjhaba sena; o se ke wa ipiletsa ho nna ka lebitso la sona, kapa wa se rapella. O se ke wa se etsetsa thapedi, hobane ha ke na ho o mamela. Na ha o bone seo setjhaba see se se etsang metseng ya Juda le diterateng tsa Jerusalema? Bana ba rwalla patsi, bo-ntata bona ba besa mollo, basadi ba duba hlama, ba etsetsa mofumahadi wa lehodimo maqebekwane. Ba etsetsa medimo e meng dinyehelo tsa dino, hore ba mphephetse ke tle ke utlwe bohloko. Empa na ba utlwisa nna bohloko? ho rialo Morena. Na hase bona ba ikutlwisang bohloko, ba tla hlajwa ke dihlong? “Ka baka lena, Morena Modimo o bua tjena: Ke tla theolela bohale ba ka le kgalefo ya ka hodima sebaka sena, hodima batho le diphoofolo, hodima difate tsa naha le hodima tse behwang ke naha. Kgalefo ya ka e tla tuka, mme e ke ke ya tingwa. “Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: Kopanyang dinyehelo tsa lona tsa setjheso le mahlabelo a lona, ebe le ja nama eo! Mohla letsatsi leo ke neng ke ntshe baholoholo ba lona naheng ya Egepeta ka lona, ha ke a ka ka bua le bona, kapa ka ba etsetsa taelo, malebana le dinyehelo tsa setjheso le mahlabelo. Empa ke ne ke ba nee molao ona, ka re: Ntlhompheng, ke tla ba Modimo wa lona, mme lona le be setjhaba sa ka. Tsamayang ka ditsela tseo ke le laetseng ho tsamaya ka tsona, le tle le phele hamonate. Empa ha ba a ka ba mamela, leha e le ho sekeha tsebe tsa bona feela; ba nnile ba latela mehopolo ya bona le ditakatso tsa dipelo tsa bona tse manganga, tse kgopo, ba kgutlela morao, ba se ke ba ya pele. Ho tloha mohla baholoholo ba lona ba tswang naheng ya Egepeta ho fihlela kajeno, ka makgetlokgetlo, le ka matsatsi wohle, ke nnile ka le romela bahlanka ba ka, e leng baporofeta bohle. Empa ha ba a ka ba mamela, leha e le ho sekeha tsebe tsa bona feela. Ba ile ba satalatsa melala, ba etsa tse kgopo ho feta tse neng di etswe ke baholoholo ba bona. “Ka baka lena, o tla ba bolella dipolelo tsena tsohle, empa ha ba ka ke ba o mamela; ha o ba bitsa ha ba na ho arabela. Empa wena o tlo re ho bona: Setjhaba sena ke se sa hlompheng lentswe la Morena Modimo wa sona, se sa utlweng ha se kgalemelwa, nnete e fedile, mme ha e sa le eo melomong ya sona. “ Wena Jerusalema, beola moriri wa hao, o o lahle, bina kodi-ya-malla hodima maralla, hobane Morena, ka baka la kgalefo ya hae, o lahlile, a furalla moloko o mo halefisitseng. “ Bana ba Juda ba entse bokgopo mahlong a ka, ho rialo Morena. Ka Tempeleng e bitswang ka lebitso la ka ba kentse manyala a bona, hore ba e silafatse. Ka Kgohlong ya Mora wa Hinome ba hahile aletare e bitswang Tofete, moo ba tjhesetsang bara ba bona le baradi ba bona teng ka mollo, e leng seo ke sa kang ka ba laela sona, le ho se nahana ke eso se nahane. Ka baka leo bonang, ho rialo Morena, matsatsi a a tla, ao mohla a fihlang, Tofete e ke keng ya hlola e sa bitswa Tofete kapa Kgohlo ya Mora wa Hinome, empa e tla bitswa Kgohlo ya Polaelo, hobane ho tla epelwa bafu ho yona ho fihlela sebaka seo se tlala. Ditopo tsa setjhaba sena di tla jewa ke matlaka le dibatana tsa naha, mme ha ho ya tla di leleka. Metseng ya Juda le diterateng tsa Jerusalema ke tla fedisa mehoo ya thabo le ya nyakallo, ke fedise lentswe la monyadi le lentswe la monyaduwa, hobane naha e tla fetoha lehwatata. “ Ka nako eo, ho rialo Morena, masapo a dikgosi tsa Juda le masapo a mahosana, le masapo a baprista, le masapo a baporofeta, le masapo a baahi ba Jerusalema a tla epollwa mabitleng a wona. A tla beelwa letsatsi le kgwedi le dinaledi tsohle tsa lehodimo, e leng tseo beng ba masapo ana ba neng ba di rata, ba di sebeletsa, tseo ba neng ba di sala morao, ba kopa thuso ho tsona, ba di kgumamela. Ha a ka ke a bokellwa kapa a epelwa hape; a tla tshwana le kgapane e tletsatletseng hara naha. Morena wa mabotho o re: Masalla wohle a setjhaba sena se kgopo, a tla phonyoha, a dibakeng tsohle tseo ke a leleketseng ho tsona, a tla ikgethela lefu bakeng sa bophelo. “O be o ba bolelle, o re: “ Morena o bua tjena: “ Ha motho a wela fatshe, na ha a ke a tsoha hape? Ha motho a kgeloha tsela, na ha a ke a kgutlela ho yona? Ke ka baka lang ha tjhaba see se kgelohile? Keng ha baahi ba Jerusalema ba kgeloha kamehla? Ba kgomaretse leshano, ba hana ho kgutla mekgweng ya bona. Ke ba utlwile, ka ba sekehela tsebe, empa ha ba bue letho le nepahetseng. Ha ho motho ya bakelang bokgopo ba hae, ya reng: “Ke entse eng?” Motho ka mong o inketse tsela ya hae, jwaloka pere e itukubetsang ntweng. Le mokotatsie o fofang hodimo, o tseba nako tsa wona tsa ho falla; leeba le lehaqasi le moholodi, le tsona di tseba nako ya ho oroha, empa molao wa Morena tjhaba sa ka ha se o tsebe. “ Le ka bua jwang, la re: “Re hlalefile, hoba Molao wa Morena re a o tseba?” Bonang, Ditsebi tsa Molao di o sokamisitse, pene tsa tsona di o fetotse leshano. Bahlalefi, dihlong di ba hlabile, ba tsielehile, ba feletswe ke meelelo. Lentswe la Morena ba le lahlile; ebe jwale ba na le bohlale bofe? Kahoo basadi ba bona ke tla ba nea banna basele, masimo a bona ke a nee ba ba hlotseng; ho tloha ho e monyenyane ho isa ho e moholo, bohle ba labalabela qhoqha, baporofeta le baprista ka ho tshwana, kaofela ha bona ba phela ka bolotsana. Maqeba a tjhaba sa ka ba a a oka, ba a oka jwalokaha eka ba oka mengwapo. “Kgotso! Kgotso!” ba rialo ho batho, le hoja ba tseba hore kgotso eo ha e yo. Na ba ke ba be dihlong ha ba entse manyala? Le ho ka! Ho hang ho bona dihlong ha di yo! Le ho pudufallwa ha ba pudufallwe; kahoo ba tla wela kahara ba weleng; mohla ke ba otlang ba tla timela, ho rialo Morena. “ Ruri ke tla ba timetsa, ho rialo Morena. Morara ha o ka ke wa ba le ditholwana, fate sa feiye se ke ke sa ba le ditholwana, mahlaku a sona le wona a tla pona, tseo ke ba fileng tsona di tla ba phonyoha! ” “Re sa duletseng? A re kgobokaneng bohle! A re tshabeleng metseng e haheleditsweng, lefu ha le fihla le re fumane moo! Morena Modimo o re abetse timelo, o tla re nwesa metsi a tletseng mahloko, hobane rona re sitetswe Morena. Re ne re lebeletse kgotso, empa ha re a fumana molemo; ra lebella nako ya ho fodiswa, empa ra tlelwa ke ditsietsi. Ho kgorohla ha pere tsa Sera ha utlwahala, ha utlwahala ho etswa Dane, naha yohle ya thothomela ha e utlwa ho tsetsela ha pere tsa dishoqopa, hoba di tlile ho tla timetsa naha, ho timetsa le tsohle tse leng ho yona: Motse le baahi bohle ba wona.” “Ke tla romela dinoha hara lona, ke romele diqowane tseo le ke keng la di upa, mme di tla le loma,” ho rialo Morena. Maswabi a ka nka a mamella jwang? Pelo ya ka e nyahame, e tepeletse. Utlwang sello sa tjhaba sa ka se naheng e hole: “Na Morena ha a sa le teng Sione? Na Kgosi ya Sione ha e sa le yo moo?” Morena a re: “Ba nkgalefiseditseng ka medimo ya bona ya bohata, le ka medimo ya mafeela, medimo ya baditjhaba?” Setjhaba sa re: “Nako ya ho kotula e se fetile, hlabula le lona le se le fedile, empa rona ha re eso pholoswe.” Jwalokaha tjhaba sa heso se nyahame dipelo, le nna pelo ya ka e nyahame jwalo. Ke kene kahara bofifi, ke tshwerwe ke tshabo. Na ebe Gileade ha ho sa na meriana? Na ebe ngaka le yona ha e yo naheng eo? Ke ka baka lang tjhaba sa ka se sa phekolweng? Hoja hlooho ya ka ke sediba sa metsi, mahlo a ka ebe ke mohlodi wa dikeledi, ke tle ke lle motsheare le bosiu, ke llele tjhaba sa heso se bolailweng. Hoja ke na le motlotlwane hara lehwatata, moo baeti ba ka robaletsang teng, ke tle ke tlohe hara tjhaba sena sa heso, ke itsamaele ke ye hole le sona, hoba kaofela ha sona ke difebe, ke mokgopi wa batho ba bolotsana! “Maleme a sona a kobehile sa seqha, leshano ke metsu eo se fulang ka yona; hase nnete e se neang matla lefatsheng. Bokgopo se bo etsa ka ho bo hlahlamanya, athe nna ha se ntsebe le ho ntseba,” ho rialo Morena. “Motho ka mong a hlokomele motswalle wa hae, ngwaneno le yena o se ke wa mo tshepa, hoba ngwanabo motho ka mong ke mokgohlisi, motswalle ka mong ke moetseletsi. Motho ka mong o thetsana le motswalle, ha ho le ya mong ya buang nnete. Batho ba tlwaeditse maleme a bona ho bua leshano, ba ipakela mokgathala ka ho etsa sebe. O phela hara batho ba buang leshano, shano la bona le etsa hore ba se ntsebe,” ho rialo Morena. Ka baka leo, Morena wa mabotho o bua tjena: “Ke tla ba hlwekisa ke be ke ba tsheke, hoba tjhaba sa ka nka se tlohela jwang? Maleme a sona a ka metsu e mahloko, kamehla ha se bua, se bua leshano. Ka molomo, motho o bua hamonate, o bua ho motswalle, ka pelong o ntsa mo lokisetsa maraba. Na ha ke a tshwanela ho ba otlela ketso tsee?” ho rialo Morena. “Na ha ke a tshwanela ho iphetetsa ka tjhaba se tjee?” “Ke tla llela dithaba, ke di hlomohele, makgulo a lehwatata ke a binele kodi-ya-malla, ke a binele hobane a omeletse hoo ho wona ho seng le mofeta-ka-tsela. Motho ha a ka ke a utlwa kgomo e bohla, nonyana tsa lehodimo di balehile, phoofolo tsa naha le tsona di itahlile! “Ke tla fetola Jerusalema e be masupi, ke e fetole e be selao sa diphokojwe, metse ya Juda ke e fetole nanaola, ho se be ya ka phelang ho yona. “Monna ya bohlale, ya ka utlwisisang tsee ke ofe? Eo Morena a mo rutileng ho di hlalosa ke mang? Ke ka baka lang ha naha e fetohile nanaola, e omeletse sa lehwatata le ke keng la tsamauwa?” Yaba Morena o re: “Ke hobane ba furaletse Molao wa ka, oo ke ba beetseng wona. Ha ba a mamela lentswe la ka, leha e le ho ya ka ditaelo tsa ka. Ba latetse ditakatso tsa dipelo tsa bona tse manganga, ba rapela bo-Baale bao ba ba rutilweng ke bo-ntata bona.” Ka baka leo, Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: “Bonang, batho bana ke tla ba nwesa lengana, ke ba nwese metsi a tletseng mahloko. Ke tla ba qhalanyetsa hara baditjhaba, bao batho bana, esita le bo-ntata bona, ba sa kang ba ba tseba. Ke tla ba fekefa ka sabole ho fihlela ke ba timetsa.” Jwale Morena wa mabotho o re: “A le ke le nahane se etsahalang! Bitsang basadi ba llang sa mmokotsane, le bitse kgeleke tsa kodi-ya-malla di tle. Basadi bao ba potlake ba re llele, keledi di keleketle marameng a rona, kgapha di phorosele di etswa ntshing tsa rona. Seboko se utlwahala se etswa Sione: Bonang kamoo re timeditsweng kateng! Dihlong tsa rona ke tse kaakang! Re tlameha ho furalla naha ya rona, matlo a rona a fetohile masupi. ” “Lona basadi utlwang lentswe la Morena, polelo tsa hae le di sekehele tsebe. Rutang baradi ba lona ho bokolla, le rutane ho bina kodi-ya-malla: Lefu le kene ka difesetere tsa matlo, la kena le ka matlung a dikgosi tsa rona, la hleka bana diterateng tsa motse, la hleka le bahlankana mabaleng a motse. “Bolelang hore Morena o bua tjena: Topo tsa banna di tla rapalla fatshe, di ke kgapane e qhalane hara masimo, di ke ditlhaka ha di helwa ke mokotudi, di rapalle ho se ya ka di phuthang!” Morena o bua tjena: “Mohlalefi a se ithorise ka bohlale ba hae, senatla se se ithorise ka bonatla ba sona, morui a se ithorise ka maruo a hae; empa ya ithorisang a ithorise ka ho re, yena o a nkutlwisisa, o bile o a ntseba; ke nna Morena ya tsebang ho hauhela, ya sebetsang ka toka le ka ho loka lefatsheng, hobane tsena ke tsona tse nthabisang,” ho rialo Morena. “Bonang, matsatsi a a tla,” ho rialo Morena, “matsatsi ao ka wona ke tla otla bohle ba bolotseng nameng feela: e leng Baegepeta, Bajuda, Baedomo, Baamone, Bamoabe le bohle ba phelang mahwatateng, dibakeng tse hole. Ditjhaba tsena tsohle ha di a bolla; le bohle ba ntlo ya Iseraele ha ba a bolotsa dipelo tsa bona.” Lona ba ntlo ya Iseraele, mamelang seo Morena a se buang ho lona. Morena o bua tjena: “Se ithuteng mekgwa ya baditjhaba, se tshosweng ke dipontsho, pontsho tsa lehodimo, le hoja baditjhaba ba tshoswa ke tsona. Meetlo ya baditjhaba ke ya lefeela, baditjhaba ba rema sefate morung, ebe sebetli ka selepe se a se betla. Ba se kgabisa ka silefera le ka kgauta, ba se kgokgothele ka noto le ka dipekere, hore se se ke sa sisinyeha. Medingwana ena e ka setshosa, e ka setshosa se hlonngwe tshimong ya mahapu, empa ha e le ho bua hona ha e ho tsebe; eka kgona ba e jare, hobane ha e tsebe ho tsamaya. Lona le se e tshabe, e ke ke ya le ntsha kotsi, ho etsa molemo le hona ha e ho tsebe.” Ha ho ya tshwanang le wena Morena, wena o moholo, bitso la hao le leholo, le matla. Ke mang ya ke keng a o tshaba, wena Kgosi ya ditjhaba? E hlile ho tshajwa, wena ho a o lokela. Hara banna bohle ba bahlalefi ditjhabeng, banna ba bahlalefi ba mebusong ya bona, ha ho le ya mong ya tshwanang le wena. Bohle ba hloka kelello, ba thotofetse, thuto tsa medimo ya lehong ke tsa lefeela. Silefera e bateletsweng e tswa Tarashishe, kgauta yona ke e tswang kwana Ufase, ke mosebetsi wa setei, o entsweng ke lelala; medingwana e apeswa tse putswa le tse perese: Tsohle di entswe ke ditsebi tsa mesebetsi. Empa Morena ke Modimo wa nnete, ke Modimo ya phelang, Kgosi ya kamehla yohle. Ha a halefile fatshe lohle le a reketla, tjhaba di sitwa ho mamella kgalefo ya hae. Jwale o ba bolelle, o re: “Medimo e sa kang ya bopa lehodimo le lefatshe e tla fediswa, e ke ke ya hlola e eba teng lefatsheng.” Ka matla a hae Modimo o entse lefatshe, ka bohlale ba hae a le tsitsisa tulong tsa lona, ka kelello ya hae a ala le mahodimo. Ha a thwathwaretsa metsi a lehodimo a a hwasa, o nyolla maru pheletsong tsa lefatshe, ha pula e ena o tsekemisa lehadima, a bulele difefo, di tswe moo di kwaletsweng. Batho bohle ha ba na tsebo, ba thotofetse, malala a kgauta a hlabiswa dihlong, a hlabiswa dihlong ke medingwana ya wona. Medingwana ena ya wona ke ya leshano, medingwana ena ya wona ha e phefumolohe. Ke mafeelafeelane, ke ntho tsa ho nyediswa, ha tsatsi la kahlolo ya yona le fihla e tla timela! Modimo wa Jakobo yena ha a tshwane le yona, hobane ke yena Mmopi wa tsohle; o kgethile Iseraele hore e be tjhaba sa hae, Morena wa mabotho ke lona lebitso la hae. Lona ba thibeletsweng tlamang thoto ya lona, le e tlame, le be le tswe kahara naha ena. Morena o bua tjena: “Ke tla tjekeletsa baahi ba naha ena, kantle ho yona, ke ba sotle, ke ba bakele mahlomola!” Ke madimabe hobane ke tswile kotsi! Leqeba la ka ha le ka ke la fola! Empa ka pelong ka ikgothatsa, ka re: “Ena ke tsietsi ya ka, ke tlameha ho e mamella.” Tente ya ka e senyehile, kgwele tsa yona tsohle di kgaohile; bana ba ka bohle ba ntshiile, ha ho ya setseng ho hloma tente ya ka, kapa hona ho phutholla masira a yona. Badisa ba hloka kelello, thuso ya Morena ha ba e batle, kahoo ba ke ke ba fumana katleho, mehlape ya bona yohle e qhalakane. Mamela! Molaetsa ke ona o a tla! Morusu o moholo o hlaha naheng e ka leboya! Metse ya Juda e tla fetolwa nanaola, e fetohe dilao tsa diphokojwe. Morena, sena ke a se tseba, motho ha a ikgethele tsela ya hae, hase yena ya laolang mehato ya hae. Oho, Morena, ako nkgalemele ka toka, o se ke wa nkgalemela o halefile, esere wa mphetola lefeelafeelane. Halefela tjhaba tsena tse sa o tsebeng, o halefele batho ba sa ipiletseng ho wena. Tjhaba tsena di metsitse Jakobo, tsa mo metsa bokwiditane, tsa mo timetsa, metse ya hae tsa e fetola nanaola. Lentswe la Morena la fihla ho Jeremia, la re: “Mamela mantswe a selekane sena, mme o a bolelle setjhaba sa Juda, le baahi ba Jerusalema. Ba bolelle hore Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena: Motho ya sa mameleng mantswe a selekane sena a rohakehe; e leng mantswe ao ke neng ke a bolelle bo-ntata lona moholo, ha ke ne ke ba ntsha Egepeta, seboping sa mollo se entsweng ka tshepe. Ka na ka re: Mmameleng, le phethe tsohle tseo ke le laetseng tsona, mme le tla ba setjhaba sa ka, nna ke be Modimo wa lona. Ke tla phetha kano eo ke neng ke e etsetse bo-ntata lona, ya hore ke tla ba nea naha e phallang lebese le mahe a dinotshi, e leng naha ena eo e leng ya lona kajeno.” Nna ka araba, ka re: “A ho be jwalo, Morena!” Yaba Morena o re ho nna: “Phatlalatsa mantswe ana wohle metseng ya Juda le diterateng tsa Jerusalema, o re: Mamelang mantswe a selekane sena, le phethe seo a se bolelang. Ho tloha mohla ke neng ke ntsha bo-ntata lona naheng ya Egepeta, ho fihlela kajeno, haesale ke ba eletsa, ke re: “Ikokobeletseng nna!” Ha ba a ka ba mamela, leha e le ho sekeha tsebe, empa motho ka mong o ile a latela ditakatso tsa pelo ya hae e mpe, e manganga. Ka baka leo, ke ba otla ho ya ka dipallo tsa selekane sena seo ba neng ba itlame ka sona, empa seo ba sa kang ba se boloka. ” Yaba Morena o re ho nna: “Hara banna ba Juda le baahi ba Jerusalema ho na le mahlabaphiyo. Ba kgutletse dibeng tsa bo-ntata bona moholo, ba neng ba hane ho mamela dipolelo tsa ka. Ba latetse medimo esele, ba e sebeletsa. Ba ntlo ya Iseraele le ba ntlo ya Juda ba sentse selekane seo ke neng ke se etse le bo-ntata bona.” Ka baka lena, Morena o bua tjena: “Ke tla ba dihela koduwa eo ba ke keng ba e phema. Leha ba ka ipiletsa ho nna ha nka ke ka ba mamela. Ba metse ya Juda le baahi ba Jerusalema ba tla ya ba ipiletse ho medimo ya bona, eo ba e tjhesetsang mekubetso, empa medimo eo e ke ke ya ba pholosa ho hang, ha koduwa e ba wela hodimo. Palo ya medimo ya lona, lona baahi ba Juda, e kaalo ka palo ya metse ya lona; le palo ya dialetare tseo le di hahetseng ntho e hlabisang dihlong ena, e kaalo ka palo ya diterata tsa Jerusalema, e leng dialetare tseo ho tsona le tjhesetsang Baale mokubetso. “Ka baka lena, o se ke wa rapella setjhaba sena, kapa wa se etsetsa thapedi, hobane ha ke na ho mamela ha se ipiletsa ho nna nakong ya ditsietsi tsa sona. “Moratuwa o etsang ka tempeleng ya ka, ha e le moo a rera merero ya bolotsana? Ebe nama tsa mahlabelo di ka o phemisa kotlo ya hao? Ha o etsa bokgopo eba jwale o a thaba!” Morena o ile a o rea lebitso, a re o fate sa mohlwaare se setalana, se kgahlehang, se behang tholwana di le monate. Empa ka modumo, modumo o thwathwaretsang, o ila hotetsa mollo hodimo sona, makala a sona a etjha, a re lore! Morena wa mabotho, yena ya ileng a o etsa, o se a o lokiseditse koduwa, hobane ba ntlo ya Iseraele le ba ntlo ya Juda ba entse bobe ka ho tjhesetsa Baale mokubetso, mme ba mphephetsa hore ke halefe. Morena o ile a mpolella, mme ka tseba; a ntshenolela merero ya bona. Empa ke ne ke tshwana le konyana e iswang moo e tla hlabelwa teng. Ke ne ke sa tsebe hore ba ntherile, ba re: “A re timetseng sefate le tholwana tsa sona; a re mo tloseng lefatsheng, fatsheng la ba phelang, hore bitso la hae le se hlole le sa hopolwa.” Empa wena Morena wa mabotho, wena ya ahlolang ka toka, wena ya lekolang pelo le kelello, a nke ke bone phetetso ya hao hodima bona, nna ke beile nyewe ya ka kapele ho wena. Ka baka lena, Morena o bua ka banna ba Anatote ba batlang ho o bolaya, ba reng: “O se ke wa porofeta ka lebitso la Morena, re tle re se ke ra o bolaya.” Kahoo Morena wa mabotho o bua tjena: “Ke tla ba otla. Bahlankana ba bona ba tla bolawa ka sabole, bara le baradi ba bona ba bolawe ke sekoboto. Ha ho na ho ba le masalla a bona, hobane ke tla dihela banna ba Anatote koduwa ka selemo seo ke tla ba otla ka sona.” Wena Morena, o lokile kamehla, ha ke bea nyewe ya ka kapele ho wena, o lokile, empa a nke ke bue le wena ka toka ya hao: Ke hobaneng ha ba kgopo ba atleha mererong ya bona? Ke hobaneng ha ba bolotsana ba phela ka boiketlo? O ba hlomile, metso ya bona e tebile; ba a mela, ba beha ditholwana. Ba bua ka wena ka molomo feela, empa pelo tsa bona tsona di hole le wena! Wena Morena, o ntseba hantle, o a mpona, o lekola menahano ya ka mabapa le wena. Ba hule sa nku e iswa tlhabong! Wena o ba beele kathoko, bakeng sa tsatsi la tlhabo ba beele kathoko. Naha ee e tla dula e omeletse, e dule e omeletse ho fihlela neng, dimela di pone ho fihlela neng? Kahobane ba phelang naheng ena ba kgopo, diphoofolo le dinonyana di shwele. Ho feta mona, batho ba re: “Ha a na ho bona seo re se etsang.” “Ha o ila wa kgathala o ipeisa le batho, jwale dipere o tla ipeisa jwang le tsona? Haeba o ka kgoptjwa naheng e bataletseng, mahohoding a Jorodane o ka tsamaya jwang? Bang ka wena esita le bana beno, bana le bona ba o ekile, ba kene hara letshwele ho o lwantsha, o se ka ba tshepa, leha ba o buisa hantle.” “Ke furaletse ntlo ya ka, ka siya lefa la ka, moratuwa ka neelana ka yena, matsohong a dira tsa hae. Lefa la ka le tshwana le tau ya moru; e a nthorela, kahoo ke e hloile. Lefa la ka le tshwana le nonyana, nonyana e kgwarahlana, e ubellwang ke nonyana tse ding kamahohle. Tsamayang le yo phutha batana tsohle tsa naha, le di phuthe di tle moketeng. Badisa ba bangata ba sentse tshimo ya ka, ba hataketse morara wa yona, ba o hatakela ka maoto, tshimo ya ka e ntle ba e fetola lehwatata. Ba e fetotse lehwatata le omeletseng, le nkotlang pelo ha ke le bona. Naha yohle e fetohile lehwatata, hobane ha ho le ya mong ya e tsotellang. Maralla wohle a lehwatateng a nyeunya basenyi, hobane sabole ya Morena e tla timetsa tsohle, e timetse dipheletso tsohle tsa lefatshe, ha ho le ya mong ya tla phela ka kgotso. Ba jetse koro, ba kotula hlabahlabane, ba sebetsa ka thata, ba sebeletse lelea, kotulo ya bona e ba hlabisitse dihlong, ka baka la kgalefo ya Morena, kgalefo e tlokomang.” Ho bohle ba kgopo, bao re ahisaneng le bona, ba hapang naha eo ke e neileng setjhaba sa ka sa Iseraele, Morena o bua tjena: “Ke tla ba tlosa dinaheng tsa bona, ba ntlo ya Juda ke ba ntshe kahara bona. Ha ke se ke ba tlositse ke tla boela ke ba hauhela, mme setjhaba ka seng ke se kgutlisetse naheng ya sona. Haeba ba ithuta mekgwa ya setjhaba sa ka hantle, mme ba hlapanya ka lebitso la ka, jwalokaha ba ile ba ruta setjhaba sa ka ho hlapanya ka Baale, ba re: Ka Morena ya phelang, ba tla tsitsa hara setjhaba sa ka. Empa haeba setjhaba sefe kapa sefe se sa mamele, ke tla se fedisa ho hang, ke se timetse,” ho rialo Morena. Morena o ile a bua tjena ho nna: “Tsamaya o yo ithekela senyepa se entsweng ka lesela la lene, o itlame ka sona thekeng, empa o se ke wa se hlatswa.” Yaba ke reka senyepa jwalokaha Morena a ne a ntaetse, mme ka itlama ka sona thekeng. Lentswe la Morena la mphihlela kgetlo la bobedi, la re: “Nka senyepa seo o ileng wa se reka, seo o itlammeng ka sona thekeng, mme o tsamaye, o ye nokeng ya Euferatese, o yo se pata lefarung le lefikeng.” Yaba ke a tsamaya, ke se pata pela Euferatese, jwalokaha Morena a ile a ntaela. Hoba ho fete matsatsi a mangata Morena a re ho nna: “Tsamaya, o ye Euferatese, o yo lata senyepa seo ke ileng ka re o yo se pata teng.” Yaba ke ya Euferatese, ke fihla ke ntsha senyepa moo ke neng ke se patile teng, empa jwale se ne se se se senyehile, se se na thuso ho hang. Jwale lentswe la Morena la fihla ho nna, la re: Morena o bua tjena: “Jwalokaha senyepa sena se senyehile, le boikgantsho ba Juda, le boikgantsho bo boholo ba Jerusalema, ke tla bo fedisa jwalo. Setjhaba sena se kgopo, se hanang ho mamela dipolelo tsa ka, se latelang ditakatso tsa dipelo tsa sona tse manganga, se latelang medimo esele, se e sebeletsang, se e kgumamelang, se tla ba jwaloka senyepa sena se seng se hloka thuso ho hang. Jwalokaha senyepa se tlamellwa thekeng la motho, ke ile ka tlamella ntlo ya Iseraele le ntlo ya Juda ho nna,” ho rialo Morena, “hore e be setjhaba sa ka se tla ntumisa, se nthorise, se ntlotle. Empa ha se a ka sa mamela. “Ka baka leo, o tle o bolelle setjhaba seo, o re: Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena: Makuka wohle a veine a tlatswe veine, empa sona se tla re ho wena: O re ha re tsebe hore makuka wohle a tshwanetse ho tlatswa veine?>*** Ebe wena o re ho sona: Morena o bua tjena: Bonang mona, baahi bohle ba naha ena, esita le dikgosi tse dutseng teroneng ya Davida, le baprista, le baporofeta, le baahi bohle ba Jerusalema, bohle ke tla ba tlopa veine. Ke tla ba thulanya ka dihlooho, esita le bo-ntata le bara ba bona, ho rialo Morena. Ha ke na ho ba le kutlwelobohloko, kapa lereko; ke tla ba timetsa! ” Theang tsebe le mamele, le se ke la ikakasa, hoba ke Morena ya seng a buile. Tlotlisang Morena, Morena Modimo wa lona, mo tlotliseng a eso tlise lefifi, maoto a lona a eso kgothometsehe, a kgothometseha hodima thaba tse lefifi. Lona le lebeletse lesedi, Morena o tla le fetola fifi le letsholetsho, a le fetole fifi la bo-nka-ntjana! Empa haeba le ke ke la mamela, ke tla llela boikgohomoso ba lona sephiring, mahlo a ka a keleketle dikeledi, hobane mohlape wa Morena o tla bo thopilwe. Ere ho kgosi le ho mofumahadi, mmakgosi: “Theohang diteroneng le ikokobetse, hoba le rodisitswe mefapahlooho ya tlotla.” Metse e ka Borwa e etseditswe thibella, ha ho le ya mong ya kenang ho yona, baahi bohle ba Juda ba a thopuwa, ba a thopuwa, e ba kgorolakoqo. Phahamisang mahlo a lona, le bone ba le futuhelang ba etswa leboya. O kae mohlape oo o neng o o disa, mohlape wa hao o neng o kgahleha? O tla reng ha bao o no re ke metswalle, ba o hlweswa hodimo, e eba babusi ba hao? Na ha o na ho tshwarwa ke mahlaba, o tshwarwe ke mahlaba sa mosadi a kena tlung? Ha o ka ipotsa ka pelong ya hao, wa re: “Ke ka baka lang ha tsee di ntlhahetse?” Ka baka la dibe tsa hao tse ngatangata, mese ya hao e ila apolelwa hodimo, mmele wa hao wa sala o le feela. Na Mokushe a ka fetola lebala la hae, kapa lengau la fetola maroboko a lona? Haeba ho jwalo, le lona ba itlwaeditseng tse mpe le ka nna la tseba ho etsa tse ntle! “Kahoo ke tla ba hasanya sa mmoko o fefoha, o fefolwa ke moya wa lehwatata. Lena ke lona lefa la hao, ke seabo seo ke se abetseng wena, hobane wena o ila ntebala, wa itshepela medimo ya bohata,” ho rialo Morena. “Kahoo ke apotse mese ya hao, ka e apolela hodimo, ke o kwahetse ka yona mahlong, bofeela ba hao bo lepalapaleng. Bofebe ba hao ke bo bone hantle, le ho lla ha hao ho kang ha pere e palesitse! Ke bone diketso tsa bootswa ba hao, le manyala a hao hodima maralla le masimong. O madimabe hakaakang, wena Jerusalema! O tla ba sesila ho fihlela neng?” Lena ke lentswe la Morena, le ileng la fihla ho Jeremia, malebana le komello: “Juda e bofifing, metse e shwa ke lenyora, tjhaba se rapaletse fatshe, se apere bofifi, sello sa Jerusalema le sona se hlaba hodimo! Mahosana a rometse bahlanka ho ya kga metsi, ba fihla didibeng, ba fumana di se na metsi; ba kgutla dinkgo tsa bona di le feela, ba hlabilwe ke dihlong, ba tsielehile, matsoho ba a beile hodima dihlooho. Naha e omeletse hobane pula ha e yo, balemi le bona pelo tsa bona di nyahame, matsoho ba a beile hodima dihlooho. Kgama le yona e tswaletse hara naha, e siile ledinyane hoja e qeta ho le tswala, e le siya hobane naha e se na jwang. Tonki tse hlaha, hodima maralla a phollatsi, di fofonela moya jwalokaha eka ke diphokojwe, mahlo a tsona a a eba, hobane jwang ha bo yo!” Oho, Morena, leha re qoswa ke dibe tsa rona, ako re thuse ka baka la lebitso la hao. Re kgelohile haholo, re fela re o sitetswe! Oho, wena tshepo ya Iseraele, Mopholosi wa yona ka nako ya ditsietsi, ke hobaneng o kang moeti naheng ee, o kang motsamai ya fapohelang ho robaletsa? Ke hobaneng o kang motho ya tsielehileng? O kang senatla se sitwang ho re pholosa? Oho, Morena, wena o hara rona, wena o itse re setjhaba sa hao; oho, se re furalle ke hona! Morena o bua tjena ka setjhaba sa hae: “Se rata ho lelera haholo, se sitwa ho thibela maoto a sona. Kahoo Morena ha a se amohele, jwale o tla hopola bokgopo ba sona, a se otle ka baka la dibe tsa sona.” Jwale Morena a re ho nna: “O se ke wa rapella katleho ya setjhaba sena. Leha se ka itima dijo, nke ke ka mamela sello sa sona; leha se ka etsa dinyehelo tsa setjheso, le dinyehelo tsa dino, tsena nke ke ka di amohela. Empa ke tla se timetsa ka sabole, le ka sekoboto, le ka lefu la sewa.” Yaba ke re: “Ao! Morena Modimo, ako bone! Ke baporofeta ba ntseng ba re ho sona: Le ke ke la bona sabole kapa la bolawa ke sekoboto. Ruri ke tla le nea kgotso ya kamehla yohle sebakeng sena. ” Jwale Morena a re ho nna: “Baporofeta ba porofeta leshano ka lebitso la ka. Ha ke eso ka ke ba roma, kapa ho ba laela, leha e le ho bua le bona. Ba porofeta dipono tsa bohata, le bonohe ba leshano, le dintho tsa mafeela, le dithetso tse tswang dipelong tsa bona.” Ka baka lena, Morena o bua tjena ka baporofeta bana ba porofetang ka lebitso la hae: “Ha ke eso ka ke ba roma, empa bona ba re: Ha ho na ho ba le sabole kapa sekoboto naheng ena. Baporofeta bao ba tla bolawa ka sabole, ba bolawe ke sekoboto. “Setjhaba seo ba se porofetelang, se tla lahlelwa diterateng tsa Jerusalema ka baka la sekoboto le sabole. Ha ho ya tla se epela, kapa ya tla epela basadi ba sona, bara ba sona kapa baradi ba sona. Ke tla se dihela koduwa ka baka la bokgopo ba sona. “Ka baka leo, o tlo se bolelle mantswe ana: “ Mahlo a ka a ke a keleketle dikeledi, di keleketle bosiu le motsheare, di keleketle di se ke tsa kgaotsa, hoba moradi wa morwetsana, e leng tjhaba sa ka, o qhemeditswe, a etswa ditsekana, maqeba a hae ha a ka ke a fola. Ha ke tsamaya ke kena hara naha, ke bona ba bolailweng ka sabole! Ha ke re ke kena kahara motse, ke bona ba bolailweng ke sekoboto! Moporofeta le moprista ka ho tshwana ba lelera hara naha ba sa e tsebe. ” “Na o fela o lahlile Juda ho hang? na o fela o se o nyonya Sione? Ke hobaneng ha o re otlile, re se na pheko? Re ne re lebeletse kgotso, empa molemo ha re o fumane; re ne re lebeletse nako ya ho fodiswa, empa re bona ditsietsi feela! Morena, re ipolela bokgopo, bokgopo ba rona; re bolela le molato, molato wa bo-ntata rona, hobane re fela re o sitetswe. Ka baka la bitso la hao o se ke wa re nyonya, o se ke wa tlontlolla terone e tlotlehang ya hao. Hopola selekane seo o se entseng le rona, o se hopole, o se ke wa se fedisa. Hara medingwana ya mafeela, medingwana ya baditjhaba, na o teng o ka tsebang ho nesa pula? Na lehodimo le theola mafafatsane ka bolona? Na hase wena Morena, Modimo wa rona? Ka baka leo, rona re tshepile wena, hoba tsena tsohle di etswa ke wena.” Jwale Morena a re ho nna: “Leha Moshe le Samuele ba ne ba ka ema kapele ho nna mona, pelo ya ka e ne e ke ke ya utlwela setjhaba sena bohloko. Tlosa batho bana kapele ho nna! Ere ba tsamaye! Haeba ba ka re ho wena: Re tla ya kae? ba bolelle, o re: Morena o bua tjena: “ Ba abetsweng lefu, ba tla bolawa ke lefu, ba abetsweng sabole, ba tla bolawa ke sabole, ba abetsweng sekoboto, ba tla bolawa ke sekoboto, ba abetsweng bothopuwa, ba tla thopuwa. “Ke ba kgethetse mekgwa e mene ya ho ba timetsa,” ho rialo Morena. “Sabole e tla ba bolaya, dintja di tla ba harola, dinonyana tsa lehodimo le dibatana tsa naha di tla ba ja, di ba fedise. Ke tla etsa hore mebuso yohle ya lefatshe e thothomele ke tshabo ka baka la seo Manase, mora wa Hesekiya, kgosi ya Juda, a neng a se etse Jerusalema. “O tla utlwelwa bohloko ke mang, wena Jerusalema? O tla llelwa ke mang, wena Jerusalema? O tla fapohelwa ke mang ho o botsa bophelo? Ke furaletswe ke wena, wa nna tjhetjha ka santhao,” ho rialo Morena. “Ke tla o tshwara ka letsoho la ka ke o timetse, ke se ke kgathetse ke ho o hauhela. Ke tla ba fefera ka fereko ya ho fefera, ke ba feferele menyakong ya motse. Ke tla ba bolaela bana, tjhaba sa ka ke se fedise, hobane tsela tsa sona tse kgopo ha se a di kgeloha. Ke tla eketsa bahlolohadi hara setjhaba sena, ba ngatafale ho feta hlabathe la lewatle. Hara mpa motsheare ke tla tlisa motimetsi, a timetse basadi ba tswetseng bahlankana, hanghang tshabo le thothomelo di ba wele hodimo. Ya nang le bana ba supileng o tla kgathala, a kgathalle ruri, a idibane. Tsatsi le tla mo dikella e ntse le motsheare, a hlajwe ke dihlong, a be a tlontlolohe. Masalla a setjhaba ke tla neelana ka wona, ke a nee dira di a bolaye ka sabole,” ho rialo Morena. Ke madimabe hakaakang, mme, ha o ila wa mpeleha, wa mpelehela hore ke be motho wa diqabang, motho wa meferefere hara lefatshe lohle! Ha ke a ka ka adima kapa ka adimana, empa e mong le e mong o a nthohaka. Yaba Morena o re: “Ruri wena ke tla o matlafatsa haholo, ruri dira tsa hao di tla be di o rapele, di o rapele nakong ya mahlonoko, di o rapele le nakong ya ditsietsi. “Na motho a ka roba tshepe, a roba tshepe kapa lethose le tswang leboya? Matlotlo a hao le maruo a hao, ke tla neelana ka wona, a etswe lelobelo ka thupa ya mmowana, ka baka la dibe tsohle tsa hao, dibe tseo o di entseng naheng ena yohle. Ke tla o etsa lekgoba, kgoba la dira tsa hao, ke o etse lekgoba naheng eo o sa e tsebeng. Kgalefo ya ka e tla hotetsa mollo, e hotetse mollo o tla o tjhesa.” “O a tseba, wena Morena, ako nkgopole, o ke o nketele, ako mphetetse ho batubi ba ka; kaha o na le mamello, se ke wa ntimetsa, hopola ke hlapaolwa ka lebaka la hao. Hoba ke utlwe dipolelo tsa hao, di ile tsa ka bohobe ho nna, ka di ja, ya eba thabo le monyaka wa pelo ya ka, hobane nna ke bitswa ka lebitso la hao, oho, wena Morena, Modimo wa mabotho! Ha ke eso ka ke dula mokgatlong wa basomi, ha ke eso ka ke ithabisa le bona; ke ituletse ke le inotshi ka baka la matla a hao, hobane o entse hore ke halefe haholo. Ke hobaneng bohloko ba ka ha bo sa fele? Qeba la ka le phephetha boladu, le hana ho fola? Na o tla itshwantsha le mothetsi ho nna, o be jwaloka sediba, diba se metsi a pshang?” Ka baka leo, Morena o bua tjena: “Haeba o ka baka ke tla o busetsa tulong tsa hao, haeba o bua polelo tse ntle e seng tsa mafeela, e tla ba wena molomo wa ka, o ntshebeletse, tjhaba sena se ye ka ditsela tsa hao, e seng wena o ye ka ditsela tsa sona. Ke tla o etsa lerako le haheleditsweng la lethose, tjhaba sena o tlo tsebe ho se hlola. Se tla o lwantsha, empa se ke ke be sa o hlola, hoba ke na le wena ho o pholosa le ho o lopolla,” ho rialo Morena. “Ke tla o pholosa matsohong a ba kgopo, ke o lopolle matsohong a ba sehloho.” Lentswe la Morena la boela la fihla ho nna, la re: “O se ke wa nyala mosadi kapa wa ba le bara le baradi sebakeng sena. Morena o bua tjena, ka bara le baradi ba tswaletsweng naheng ena, le ka basadi bao e leng bo-mma bona, le ka banna bao e leng bo-ntata bona: Ba tla bolawa ke lefu le tshabehang. Ba ke ke ba llelwa kapa ba epelwa ke motho, empa ba tla tshwana le kgapane hara naha. Ba tla bolawa ka sabole, ba bolawe ke sekoboto, mme ditopo tsa bona e be dijo tsa matlaka, le dijo tsa dibatana tsa naha. ” Morena o bua tjena: “O se ke wa kena ka tlung e nang le bofifi, o se ke wa lla le ba ka ho yona kapa wa ba tshedisa, hobane ke amohile setjhaba sena kgotso ya ka le lerato la ka le kutlwelobohloko ya ka,” ho rialo Morena. “Ba hlomphehang le ba eisehang ba tla shwela naheng ena. Ha ba na ho epelwa leha e le ho llelwa; ha ho ya tla iphatsa kapa a kute moriri wa hae ho bontsha maswabi a hae. Ha ho ya tla fepa le ho tshedisa ya llelang bafu, leha e le ya llelang ntatae kapa mmae. Ha ho ya tla ba nea ho nowang ho ba tshedisa. “O se ke wa kena ka tlung e nang le mokete, wa dula ka ho yona, yaba o a ja, o a nwa. Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: Mehleng ena ya lona, moo le ntseng le bona, hona sebakeng sena, ke tla fedisa mehoo ya thabo le ya nyakallo; ke fedise lentswe la monyadi le lentswe la monyaduwa. “Etlare ha o bolella setjhaba sena dintho tsena tsohle, se o botse, se re: Ke hobaneng ha Morena a re reretse koduwa e kgolo hakaale? Re entse bokgopo bofe? Sebe seo re sitetsweng Morena Modimo wa rona ka sona, ke sefe?>*** Jwale wena o tle o re ho sona: Ke hobane bo-ntata lona ba ile ba mphuralla, ho rialo Morena, ba latela medimo esele, ba e sebeletsa, ba e kgumamela. Nna ba ile ba mphuralla, ba se ke ba boloka melao ya ka. Jwale le lona le entse bokgopo bo fetang ba bo-ntata lona. E mong le e mong wa lona o latela ditakatso tsa pelo ya hae e kgopo, e manganga, ha a mmamele. Ka baka leo, ke tla le phahla naheng ena, ke le ise naheng eo lona le bo-ntata lona le sa kang la e tseba. Naheng eo, bosiu le motsheare, le tla sebeletsa medimo esele, hobane nke ke ka le hauhela. “Ka baka leo, bonang, matsatsi a a tla,” ho rialo Morena, “matsatsi ao ka wona ho ke keng ha hlola ho thwe: Re hlapanya ka Morena ya phelang, ya ileng a nyolla bana ba Iseraele naheng ya Egepeta. Empa ho tla thwe: Re hlapanya ka Morena ya phelang, ya ileng a nyolla bana ba Iseraele naheng e ka leboya, le dinaheng tsohle tseo a neng a ba leleketse ho tsona, hobane ke tla ba kgutlisetsa naheng eo ke ileng ka e nea bo-ntata bona moholo. “Ke tla romela batshwasi ba ditlhapi ba bangata,” ho rialo Morena, “mme ba tla ba tshwasa. Hamorao ke tla romela ditsomi tse ngata, mme di tla ba tsoma dithabeng tsohle, le maralleng wohle, le mafarung a mafika. Mahlo a ka a tadimile metsamao yohle ya bona; ha e a pateha ho nna, esita le dibe tsa bona ha di a pateha mahlong a ka. Ke tla ba otlela bokgopo ba bona le dibe tsa bona habedi, hobane ba silafaditse naha ena ya ka, ba e tlatsa dikoqo tse omeletseng tsa medimo ya bona ya bohata, e nyonyehang.” Wena Morena, matla a ka le qhobosheane ya ka, wena tshabelo sa ka nakong ya ditsietsi; baditjhaba ba tla itlisa ho wena, ba itlise ba etswa pheletsong tsa lefatshe, ba re: “Bo-ntata rona ba jele lefa la mashano le la mafeela, la medingwana ya mafeela e se nang molemo. Na motho a ka tseba ho iketsetsa modimo? E, empa eo yona hase medimo!” “Ke ka baka lena ke tla ba ruta, ke ba rute hape la ho qetela, ke ba rute matla a ka le bonatla ba ka, mme ba tla tseba hore nna ke bitswa Morena.” “Sebe sa Bajuda se ngotswe ka pene ya tshepe, sa ngolwa pelong tsa bona, sa ngolwa ka daemane e le ntjhotjho, sa ngolwa le manakeng a dialetare tsa bona. Le bana ba bona ba ntse ba hopola, ba hopola dialetare tsa bona, aletare tsa Ashera, tse tlasa fate tse talana tse hodima maralla. Thaba ya ka le naha e e potileng, maruo le matlotlo wohle a lona, tsena ke tla fana ka tsona e be lelobelo, ke fane ka dibaka tsa lona, baka tsa lona tsa borapedi, ka baka la sebe se entsweng naheng ena yohle. Ka baka la phoso tsa lona le tla lahlehelwa, le lahlehelwe ke lefa ke le file lona. Ke tla le etsa makgoba a dira tsa lona, ke le etse makgoba naheng eo le sa e tsebeng, hobane le entse hore kgalefo ya ka e tuke, e laime malakabe kamehla yohle.” Morena o bua tjena: “Ho ke ho rohakehe ya itshepisitseng batho, yena ya tshepileng matla a letsoho la hae, eo pelo ya hae e furaletseng Morena. O tla tshwana le sehlahla se metseng hara lehwatata, ha a ka ke a bona le tse molemo ha di etla. O tla aha matswatlareng a omeletseng a lehwatata, a ahe naheng e lenyekethe, e hlokang baahi. “Ho lehlohonolo motho ya itshepetseng Morena, eo tshepo ya hae e leng yena Morena. O tla tshwana le sefate se lemilweng pela metsi, seo metso ya sona e namelang pela molatswana. Ha se ke se tshoswa ke ho fihla ha lebatama, mahlaku a sona a matalana kamehla, ka nako ya komello ha se ke se tshwenyeha, kamehla se beha ditholwana tsa sona.” Pelo e tletse mano ho feta dintho tsohle, e senyehile hoo e ke keng ya phekolwa, ke mang ya ka e utlwisisang? “Ke nna Morena ya lekolang dipelo, mohopolo le wona o lekolwa ke nna. Ke putsa motho ho ya ka diketso tsa hae, ho latela tholwana tsa mesebetsi ya hae.” Jwaloka nonyana e fuamang mahe e se a yona, ya ruang ka mano le yena o jwalo, bohareng ba bophelo ba hae maruo ao a tla mo fella, qetellong bothoto ba hae bo bonahale. Terone e tlotlehang, e phahameng, haesale ho tloha tshimolohong, ke sona sebaka sa Sehalalelo sa rona. Oho, wena Morena, tshepo ya Iseraele, bohle ba o furallang ba tla tlontlollwa, bohle ba o furallang ba tla timela, hoba ba furaletse Morena, diba sa metsi a bophelo. Mphodise, Morena, mme ke tla fola, mpholose, Morena, mme ke tla pholoha, hobane ke wena eo ke mo rorisang. Ba ntse ba re ho nna: “Di kae dipolelo tsela tsa Morena? ha a ke a di phethahatse jwale!” Nna ha ke a kgaotsa ho ba modisa ya o salang morao, ha ke eso labalabele tsatsi la ditsietsi, polelo tsa ka le wena o a di tseba. Wena se ka etsa hore ke o tshohe, o setshabelo sa ka nakong ya ditsietsi. Bahlorisi ba ka ba ke ba hlabiswe dihlong, nna ke se ke ka hlabiswa dihlong; etsa hore bona ba tshohe haholo, nna ke se ke be ka tshoswa ke letho. Ako ba tlisetse tsatsi la ditlokotsi, timetso ya bona o e phethahatse habedi. Morena o ile a bua tjena ho nna: “Tsamaya, o yo ema kgorong eo batho ba kenang ka yona, moo dikgosi tsa Juda di kenang di bileng di tswang le teng; o eme le dikgorong tsohle tsa Jerusalema. O re ho bona: Utlwang lentswe la Morena, lona dikgosi tsa Juda, le lona bohle ba morabe wa Juda, le lona baahi bohle ba Jerusalema, lona ba kenang ka dikgoro tsena. Morena o bua tjena: Haeba le rata ho phela, itlhokomeleng, le se ke la nka thoto ka letsatsi la Sabatha, kapa la e kenya ka dikgoro tsa Jerusalema. Le se ke la ntsha thoto ka matlung a lona, kapa la etsa mosebetsi ofe le ofe ka letsatsi la Sabatha. Empa lona le boloke letsatsi la Sabatha le halalela, jwalokaha ke ne ke laele bo-ntata lona moholo. Feela ha ba a ka ba mamela, leha e le ho sekeha tsebe; ba ile ba satalatsa melala ya bona, hore ba se ke ba utlwa kapa hona ho ithuta. Empa haeba lona le ka mmamela ka hloko, ho rialo Morena, la se ke la kenya thoto ka dikgoro tsa motse ona ka letsatsi la Sabatha, la halaletsa letsatsi la Sabatha ka ho se etse mosebetsi ofe kapa ofe ka lona, dikgosi tse dutseng teroneng ya Davida, mmoho le mahosana a tsona, di tla kena ka dikgoro tsa motse ona. Dikgosi tseo, mmoho le mahosana a tsona, di tla kena di palame dikariki tsa ntwa, di palame le dipere, di ena le banna ba Juda le baahi ba Jerusalema, mme motse ona o tla ba le baahi kamehla yohle. Batho ba tla tla ba etswa metseng ya Juda, le dibakeng tse potapotileng Jerusalema; ba etswa le naheng ya Benjamine, le diphuleng, le dithabeng, le naheng e ka Borwa, ba tlise dinyehelo tsa setjheso le mahlabelo, le dinyehelo tsa dijo, le mokubetso, le dinyehelo tsa teboho, ba di tlise ka tlung ya Morena. Empa haeba le sa mmamele, le sa halaletse letsatsi la Sabatha, le kena ka dikgoro tsa motse wa Jerusalema le nkile thoto ka letsatsi la Sabatha, dikgorong tseo tsa Jerusalema ke tla besa mollo o ke keng wa tingwa, o tla tjhesa matlo a dikgosi tsa Jerusalema. ” Lena ke lentswe la Morena, le ileng la fihla ho Jeremia, la re: “Ema, o theohele tlung ya sebopi sa dinkgo, mme ha o le moo ke tla o bolella molaetsa wa ka.” Yaba ke theohela tlung ya sebopi sa dinkgo, mme ka fumana se ntse se rita dinkgo ka lebidi la sona. Nkgo eo sebopi se neng se e bopa ka letsopa ya senyeha se ntse se e bopa, yaba se boela se qala ho bopa e nngwe e tla se kgotsofatsa. Jwale lentswe la Morena la fihla ho nna, la re: “Na ke hore wena, ntlo ya Iseraele, nke ke ka o etsa jwalokaha sebopi se etsa ka letsopa la sona?” ho rialo Morena. “Seo letsopa le leng sona matsohong a sebopi, ke seo wena ntlo ya Iseraele, o leng sona matsohong a ka. Neng kapa neng nka phatlalatsa hore ke tla fothola, ke heletse, ke timetse setjhaba kapa mmuso, empa haeba setjhaba seo, seo ke neng ke se soketse, se bakela bokgopo ba sona, ke tla thibela koduwa eo ke neng ke se ke rerile ho e dihela hodima sona. Neng kapa neng nka phatlalatsa hore ke tla thea setjhaba, ke hlomamise mmuso. Empa haeba setjhaba seo se etsa bokgopo mahlong a ka, se sa mamele lentswe la ka, ke tla fetola maikutlo a ka malebana le molemo oo ke neng ke rerile ho se etsetsa wona. “Ka baka leo, tsamaya, o yo bua le banna ba Juda le baahi ba Jerusalema, o re: Morena o bua tjena: Bonang mona! Ke ntse ke le ralla bobe, ke lokisa morero wa ho le otla. Motho ka mong a kgelohe tsela ya hae e kgopo, a tsamaye tseleng e lokileng, diketso tsa hae di be ntle. Empa bona ba re: Ha ho sa na thuso! Re tla tswela pele mererong ya rona, motho ka mong a phethe ditakatso tsa pelo ya hae e kgopo, e manganga. ” Ka baka leo, Morena o bua tjena: “Lona botsisisang hara baditjhaba: Ya kileng a utlwa tse kang tsee ke mang? Morwetsana wa Iseraele o entse ntho e tshabehang haholo! Na thabeng tsa Lebanone lehlwa le ka qhibidiha? Na metsi a maphodi, a tswang thabeng tseo, na metsi ao a ke a kgaotse ho phalla? Empa tjhaba sa ka se ile sa ntebala, sa tjhesa mokubetso, sa o tjhesetsa medimo ya bohata; medimo ena e entse hore se be se kgoptjwe, se kgoptjwe ha se tsamaya tseleng tsa sona, ha se tsamaya tseleng tsa boholoholo; ya se hlahlathedisa tseleng tse kathoko, tse sa batallang, tse tletseng makukuno. Naha ya sona se e fetotse nanaola, e fetohile sekgobo sa mehla yohle, bo-mofeta-ka-tsela ba ye ba e makalle, hlooho tsa bona ba be ba di thukuthe. Mohla tsatsi la ho timetswa ha tjhaba sena, ke tla se furalla, se bone sekotlo feela, ke se hasanye kapele ho dira tsa sona, jwaloka moya o pukang o etswa botjhabela.” Yaba ba re: “Tloong, re loheleng Jeremia mano, hobane baprista ba tla nne ba be teng, ba re rute Molao; ba bohlale ba tla nne ba be teng, ba re eletse; le baporofeta ba tla nne ba be teng ho re bolella molaetsa. Tloong ke hona, re iqapeleng tseo re ka mo qosang ka tsona, re se ke ra natsa dipolelo tsa hae.” Oho, Morena, ako mmamele! Utlwa seo baqosi ba ka ba se buang! Na botle bo ka buseletswa ka bobe? Baqosi ba ka, ba ntjheketse lemena! Hopola, ke ile ka ema kapele ho wena, ka ba buella ho ba faposa kgalefo ya hao. Etsa hore bana ba bona ba bolawe ke sekoboto, madi a bona a tshollwe ke sabole, basadi ba bona ba shwelwe ke bana ba bona, basadi ba bona e be bahlolohadi, banna ba bona ba bolawe ke lefu la sewa, bahlankana ba bona ba bolaelwe ntweng ka sabole. Ba tlisetse batupi ka ho panya ha ntshi, seboko se utlwahale malapeng a bona, hoba ba ntjheketse lemena ke tle ke wele ka ho lona, ba tjhehetse maoto a ka leraba, ba le patile. Wena Morena, o tseba merero ya bona yohle, merero ya bona ya ho mpolaya. Se ka ba tshwarela bokgopo ba bona, kapa wa tlosa sebe sa bona mahlong a hao; a ba ke ba ketolwe kapele ho wena, o ba otle nakong ena eo o ba halefetseng ka yona. Morena o bua tjena: “Tsamaya, o yo reka nkgo ya letsopa. O tsamaye le ba bang ba baholo ba setjhaba, le ba bang ba baprista ba seng ba hodile. O theohele ka Kgohlong ya Mora wa Hinome, e pela Monyako wa Mangetana. Ha o fihla teng o phatlalatse mantswe ana, ao ke tla o bolella wona, o re: Lona dikgosi tsa Juda le baahi ba Jerusalema, utlwang lentswe la Morena. Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: Mamelang! Sebaka sena ke tla se dihela koduwa e tla etsa hore ditsebe tsa mang kapa mang ya e utlwang di hlohlone. Ke hobane ba mphuraletse, ba silafaditse sebaka sena, ba tjhesetsa mokubetso ho sona, ba o tjhesetsa medimo esele, eo bona le bo-ntata bona, kapa dikgosi tsa Juda, ba sa kang ba e tseba, mme sebaka sena ba se tlatsa madi a se nang molato. Ba hahetse Baale dibaka tsa borapedi, hore ba tjhesetse bara ba bona ho tsona, ba etsetse Baale nyehelo ya setjheso, e leng ntho eo ke sa kang ka ba laela yona, kapa ka e bua, kapa ka e nahana. Ka baka leo, hlokomelang, matsatsi a a tla, ho rialo Morena, ao ka wona batho ba ke keng ba hlola ba bitsa sebaka sena. Tofete kapa Kgohlo ya Mora wa Hinome, empa ba tla se bitsa Kgohlo ya Polaelo. “ Sebakeng sena ke tla nyopisa merero ya Juda le ya Jerusalema. Ke tla etsa hore ba bolawe ka sabole ke dira tsa bona, ba bolawe ke matsoho a ba batlang ho ba bolaya. Ditopo tsa bona e tla ba dijo tsa matlaka, le dijo tsa dibatana tsa naha. Metse ena ke tla e senya e be sebonwang-se-bonwake-bohle; bo-mofeta-ka-tsela ba tla makala, ba thukuthe dihlooho ka baka la koduwa eo. Ke tla etsa hore ba je nama ya bara le baradi ba bona, motho ka mong a je nama ya setopo sa motswalle wa hae nakong ena ya tsietsi, eo ka yona dira tsa bona, tse batlang ho ba bolaya, di tla be di ba etseditse thibella. “Jwale o tlo pshatle nkgo ena moo banna ba tsamayang le wena ba ntseng ba bona, mme o re ho bona: Morena wa mabotho o bua tjena: Ke tla pshatlaka setjhaba sena le motse ona jwalokaha motho a pshatlaka nkgo hoo e ke keng ya hlola e lokiswa. Ba tla epela bafu ba bona Tofete hobane ho tla be ho se na sebaka se seng seo ba ka ba epelang ho sona. Sena ke tla se etsa sebakeng sena le ho baahi ba sona, ho rialo Morena. Motse ona ke tla o etsa hore o be jwaloka Tofete. Matlo a Jerusalema le matlo a dikgosi tsa Juda a tla silafatswa jwaloka sebaka sa Tofete, ka baka la matlo wohle ao ba ileng ba hlwella hodima wona, ba tjhesetsa mokubetso hodima marulelo a wona, ba o tjhesetsa dinaledi, mme ba qhatsetsa medimo esele nyehelo ya dino. ” Yaba Jeremia o kgutla Tofete, moo Morena a neng a mo rometse teng ho ya porofeta. A fihla a ema lebaleng la Tempele ya Morena, a re ho setjhaba sohle: “Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: Mamelang! Motse ona le metsana yohle e o potapotileng ke tla e dihela koduwa tseo ke di boletseng, hobane setjhaba sena se ile sa satalatsa melala ya sona, sa hana ho mamela dipolelo tsa ka. ” Ha Pashahure, mora wa moprista Imere, eo e neng e bile e le mookamedi wa Tempele ya Morena, a utlwa hore Jeremia o porofeta dintho tsena, a re moporofeta Jeremia a shapuwe, a tlamellwe pakeng tsa dikoqo tse neng di le Monyakong wa Benjamine o kahodimo, pela Tempele ya Morena. Ka letsatsi le hlahlamang, Pashahure a re Jeremia a lokollwe. Yaba Jeremia o re ho yena: “Lebitso leo Morena a o reileng lona hase Pashahure, empa ke Kahohle ke Matshabeho. Morena o bua tjena: Ke tla etsa hore o itshabe, le metswalle yohle ya hao e o tshabe. Metswalle eo ya hao e tla bolawa ke dira tsa yona ka sabole, mme tsena o tla di bona ka mahlo a hao. Baahi bohle ba Juda ke tla neelana ka bona matsohong a kgosi ya Babilona; yona e tla ba thopa, e ba ise Babilona, e ba bolaye ka sabole. Maruo wohle a motse ona, le tsohle tse sebeditsweng ka thata, le dintho tsohle tsa bohlokwa, le matlotlo wohle a dikgosi tsa Juda, tsena tsohle ke tla neelana ka tsona matsohong a dira tsa bona. Dira di tla di hapa, di di nke, di ye le tsona Babilona. Ha e le wena Pashahure, le bohle ba phelang tlung ya hao, le tla thopuwa, le iswe Babilona. O tla shwela teng, mme o epelwe teng, wena le metswalle yohle ya hao eo o e porofetetseng leshano. ” Morena, o ile wa nthetsa, ka thetseha, wena o matla ho mpheta, mme o ntlhotse. Tsatsi lohle ba ntlepa ditsheho, motho ka mong o nnyekoletsa melomo. Kamehla ha ke bua ke ye ke howe, ke meketse, ke re: “Moferefere le timelo!” Ka dinako tsohle ke a songwa, ke a nyatsuwa, ka baka la ho bolela lentswe la Morena. Ha ke re: “Ha ke sa tla hlola ke bua ka Morena, ha ke sa tla hlola ke bolela bitso la hae,” ka pelong ya ka ntswe la hae ke malakabe, ke mollo o tukang kahara masapo a ka, ke se ke kgathetse ke ho hlola ke o bipile, ho o mamella le hona ho a ntshita. Ke utlwa ba bangata ba ntse ba hweshetsa, ba re: “Kahohle ke Matshabeho! Mo hlahatseng! A re mo hlahatseng!” Metswalle ya ka yohle e laletse hore ke fose, e re: “Mohlomong a ka nna thetseha, yaba re tseba ho mo hlola ke hona, ra ba ra tseba le ho iphetetsa ka yena.” Empa Morena o na le nna, o matla, o a tshabeha, kahoo bahlorisi ba ka ba tla kgothometseha. Ha ba ka ke ba ba ba hlola, ba tla hlajwa ke dihlong haholo, merero ya bona e ke ke be ya atleha, le dihlong tsa bona di ke ke be tsa lebalwa. Empa wena Morena mabotho, wena ya hlahlobang ba lokileng, wena ya bonang botebo ba dipelo tsa batho, a nke ke bone ha o iphetetsa hodima bona, hobane nyewe ya ka ke e beile kapele ho wena. Binelang Morena, le mo rorise! O pholositse bafumanehi matsohong a ba kgopo. Ho ke ho rohakehe tsatsi la tswalo ya ka! Tsatsi leo ke belehilweng ka lona, tsatsi leo le se hlohonolofale! Ho ke ho rohakehe ya ileng a behela ntate, yena ya ileng a mo thabisa, a re: “O tswaletswe ngwana moshanyana!” Motho eo a ke a tshwane le metse, metse eo Morena a ileng a e timetsa ho se mohau. Motho eo a ke a utlwe dillo e sa le ka matjeke, mokgosi wa ntwa a o utlwe ha tadi e anyesa, hoba ha a ka a mpolaya ke eso tswalwe, popelo ya mme ya eba lebitla la ka, mme ya eba moimana kamehla yohle. Ekaba ke ne ke tswelang popelong ya mme, hore ke tlo bona ditsietsi le maswabi, bophelo ba ka ke bo qete ke le dihlong? Lentswe la Morena la fihla ho Jeremia nakong eo kgosi Sedekiya a neng a rometse Pashahure, mora wa Malakiya, le moprista Sofonea, mora wa Maasiya. Ba re ho Jeremia: “Re a o kopa: Ako re buelle ho Morena, hobane Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, o a re futuhela. Mohlomong Morena o tla re etsetsa mohlolo jwalokaha a ne a etse ka nako e fetileng, mme eo a se ke a hlola a re futuhela.” Yaba Jeremia o re ho bona: “Bolellang Sedekiya, le re: Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena: Le tla hlolwa. Dihlomo tsa lona, tseo ka tsona le tla lwantsha kgosi ya Babilona le Bakalatiya ba le etseditseng thibella, ke tla di nka, ke di bokelle, ke di bee bohareng ba motse. Nna ka seqo, ke tla le futuhela ka letsoho le otlolohileng, le matla, ke halefile, ke le bohale, kgalefo ya ka e tlokoma. Ke tla otla baahi ba motse ona le diphoofolo: Bohle ba tla bolawa ke lefu la sewa. Hamorao, ho rialo Morena, ke tla neelana ka Sedekiya, kgosi ya Juda, le ka bahlanka ba hae, le ka setjhaba sa hae, le ka masalla a sa bolawang ke lefu la sewa, le ka ba sa bolawang ka sabole, le ka ba sa bolawang ke sekoboto; ke tla neelana ka bona matsohong a Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, le matsohong a dira tsa bona, le matsohong a ba batlang ho ba bolaya. Nebukadenesare o tla ba bolaya ka sabole. A ke ke a ba qenehela, leha e le ho ba utlwela bohloko, kapa ho ba hauhela. “O tle o re ho setjhaba sena: Morena o bua tjena: Bonang mona, ke re le ikgethele hore na le nka tsela e isang bophelong kapa le nka tsela e isang lefung. Ya tla sala motseng ona o tla bolawa ka sabole, kapa a bolawe ke sekoboto, kapa a bolawe ke lefu la sewa. Empa ya tla tswa a yo ineela ho Bakalatiya ba le etseditseng thibella, yena o tla phela, a ikgapele bophelo ba hae. Ke reretse motse ona bobe e seng botle, ho rialo Morena. Motse ona o tla wela matsohong a kgosi ya Babilona, mme yona e tla o tjhesa ka mollo. “Hape bolella ba ntlo ya bokgosi ba Juda, o re: Mamelang lentswe la Morena. Oho, lona ba ntlo ya Davida, Morena o bua tjena: “ Ahlolelang batho ka toka hoseng ha letsatsi ka leng, namolelang motlatlapuwa matsohong a motlatlapi, esere kgalefo ya ka ya laima malakabe, ya tuka hoo ho seng ya ka ba e tima, ka baka la bokgopo ba diketso tsa lona. Morena o re: Lona baahi ba kgohlo ke a le futuhela, lona ba phelang hodima sehlaba se mafika, lona ba reng: “Re ka futuhelwa ke mang? Diahelong tsa rona ho ka kena mang?” Morena o re: Ke tla le otla ho ya ka diketso tsa lona, ke hotetse hlaha merung ya lona, ke e tjhese, tsohle tse le potapotileng di tla timela. ” Morena o bua tjena: “Theohela tlung ya kgosi ya Juda, o yo phatlalatsa molaetsa ona hona teng, o re: Mamela lentswe la Morena, wena kgosi ya Juda, wena ya dutseng teroneng ya Davida, wena le bahlanka ba hao, le setjhaba sa hao se kenang ka dikgoro tsena. Morena o bua tjena: Ahlolelang batho ka toka le ka nepo, le namolele ya tlatlapuwang matsohong a motlatlapi wa hae. Le se ke la etsa moditjhaba, kgutsana kapa mohlolohadi hampe, kapa la ba hlokofatsa, leha e le ho tsholla madi a se nang molato sebakeng sena. Haeba ruri tsena le ka di etsa, dikgosi tse dutseng teroneng ya Davida di tla kena dikgorong tsa motse ona, di palame kariki tsa ntwa le dipere, di tsamaya mmoho le bahlanka ba tsona, le setjhaba sa tsona. Empa haeba le sa mamele mantswe ana, ke a le hlapanyetsa hore ntlo ena e tla fetoha dithako, ” ho rialo Morena. Morena o bua tjena malebana le ntlo ya kgosi ya Juda: “Le hoja ho nna o ka Gileade, o tshwana le tlhoro ya Lebanone, ruri ke tla o fetola lehwatata, ke o fetole metse e hloka baahi. Ke tla o romela ba tla o timetsa, motimetsi ka mong a nkile hlomo tsa hae; ba tla rema fate tsa hao tse ntle, fate tsa hao tsa dikedare, ba di reme ba di lahlele mollong. “Ditjhaba tse ngata di tla feta pela metse ena, motho ka mong a botse wa habo, a re: Ke ka lebaka lang ha Morena a entse ntho e tjee motseng o moholo hakaale?>*** Ba tla araba, ba re: Ke hobane ba furaletse selekane sa Morena Modimo wa bona, ba rapela medimo esele, ba e sebeletsa. ” Se lleleng mofu, le kgutsana le se e rwale, le mpe le llele haholo ya thopilweng, hobane ha a ka ke a hlola a kgutla hape, leha e le ho bona fatshe la tswalo ya hae. Morena o bua tjena malebana le Shalome, mora wa Josiya, kgosi ya Juda, ya ileng a hlahlama ntatae, ya eba kgosi ya Juda, empa jwale ya seng a tlohile sebakeng sena: “A ke ke a hlola a kgutlela sebakeng sena hape. O tla shwela naheng eo a thopetsweng ho yona, mme a ke ke a hlola a bona naha ena hape.” “Ho madimabe ya hahang ntlo ya hae ka bolotsana, a hahe disolloro tsa yona ka bomenemene; ya etsang hore mohahabo a sebeletse lelea, ya sa lefeng moputso wa mosebeletsi wa hae. Ya reng: Ke tla ikgahela ntlo ya ka e kgolo, e nang le disolloro tse batsi. A fela a e etsetsa difesetere, mabota a a manehe mapolanka a dikedare, a ba e dile ka mobu o mofubedu. “Na o tla busa hobane o hahile ka dikedare? Na ntatao yena o na sa je, mme a sa nwe? Empa o nnile a sebetsa ka toka le ka ho loka, yaba o phela hamonate, a phela ka boiketlo. O ila ahlolela mofutsana le mohloki, yaba o phela hamonate, a phela ka boiketlo. Na hoo e ne se hona ho ntseba? ho rialo Morena. “Mahlo a hao le pelo di buswa ke meharo ya hao, di buswa ke ho tsholla madi a se na molato, di buswa ke kgatello le tlhokofatso ya batho.” Ka baka leo, Morena o bua tjena malebana le Jehoyakime, mora wa Josiya, kgosi ya Juda: “Ha ba ka ke ba mo llela, ba re: Jo nna, ngwaneso! Jo nna, kgaitsedi ya ka! Ha ba ka ke ba mo llela, ba re: Jo nna, monga ka! Jo nna, tlotla ya hae! Phupu ya hae e tla tshwana le ya tonki, a hulanngwe, a lahlelwe kantle, a akgelwe thoko ho kgoro tsa Jerusalema.” “Nyolohela Lebanone, o yo howa hona teng, o meketse, ntswe la hao le yo utlwahala Bashane, o meketse haholo o le thabeng tsa Abarime, hoba baratuwa ba hao bohle ba timeditswe. Ka na ka bua le wena ha o no sa atlehile, yaba wena o re: Nke ke be ka o mamela! Bona ke boitshwaro ba hao ho tloha botjheng ba hao, hore lentswe la ka o se ke wa le mamela. Moya o tla fefola badisa ba hao bohle, baratuwa ba hao bohle ba tla thopuwa. Ruri o tla hlajwa ke dihlong, o tlontlolohe, o tsielehe ka baka la bokgopo ba hao bohle. Wena moahi ya phelang Lebanone, ya phelang tlung e hahilweng ka dikedare, o tla dumaela hakae ha mahlaba a o fihlela, mahlaba a kang a mosadi, mosadi a kena tlung! “Ke a le hlapanyetsa,” ho rialo Morena, “Leha eba wena Koniya, mora wa Jehoyakime, kgosi ya Juda, o ne o ka ba lesale le monwaneng wa letsoho la ka le letona, ke ne ke tla o rola. Ke tla neelana ka wena matsohong a ba batlang ho o bolaya, bona bao o ba tshabang, e leng matsohong a Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, le matsohong a Bakalatiya. Wena, le mmao ya o tswetseng, ke tla le lahlela kantle, naheng eo le sa tswallwang ho yona, mme le tla shwela hona teng. Empa ha e le naha eo le labalabelang ho kgutlela ho yona, yona le ke ke la kgutlela ho yona.” Na Koniya hase nkgwana e nyatsehang, e matlere? Na hase sejana seo ho seng ya se thabelang? Ke hobaneng ha yena le bana ba hae ba lelekilwe, ba leleketswe naheng eo ba sa e tsebeng? Oho, wena lefatshe, wena lefatshe, wena lefatshe! Ako mamele lentswe la Morena! Morena o bua tjena: “Ngolang hore monna enwa ha a na bana, ke motho ya ke keng a atleha bophelong ba hae, ha ho le ya mong wa bana ba hae ya tla atleha, ya tla dula teroneng ya Davida, ya tla busa ba morabe wa Juda. “Ho madimabe badisa ba timetsang dinku tsa makgulo a ka, ba di qhale,” ho rialo Morena. Ka baka lena, Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena malebana le badisa ba alosang setjhaba sa hae: “Le qhadile mohlape wa ka, la o leleka, mme ha le a ka la o hlokomela. Bonang, ke tla le otla ka baka la bokgopo ba diketso tsa lona,” ho rialo Morena. “Nna ka seqo, ke tla bokella masalla a mohlape wa ka dinaheng tsohle tseo ke neng ke o leleketse ho tsona, ke boele ke o kgutlisetse masakeng a wona, mme o tla tswala, o anafale. Ke tla o kgethela badisa ba tla o alosa. Ha o sa tla hlola o tshaba letho, kapa o tsieleha, mme ha ho le e nngwe ya wona e tla lahleha,” ho rialo Morena. “Bonang, matsatsi a a tla,” ho rialo Morena, “ao ka wona ke tla tsosa lehlomela le lokileng la Davida, kgosi e tla busa, e sebetse ka bohlale, e sebetse ka toka le ka ho loka lefatsheng. Mehleng ya kgosi eo, Juda e tla pholoswa, Iseraele le yona e iphelele ka kgotso. Lebitso le tla rewa kgosi eo ke lena: Morena ke yena ho loka ha rona. “Ka baka leo, matsatsi a a tla,” ho rialo Morena, ao ka wona ba ke ke ba hlola ba re: “Re hlapanya ka Morena ya phelang, ya nyolotseng bana ba Iseraele naheng ya Egepeta.” Empa ba tla re: “Re hlapanya ka Morena ya phelang, ya ileng a ntsha ditloholo tsa ntlo ya Iseraele naheng e ka leboya, le dinaheng tsohle tseo a neng a di leleketse ho tsona, mme di tla aha naheng ya tsona.” Malebana le baporofeta, Jeremia o re: Pelo ya ka e nyahame kahara ho nna, e nyahamisitswe ke baporofeta; masapo a ka wohle a kenwe ke thothomelo. Ka baka la Morena le mantswe a halalelang a hae, ke se ke itshwanela le monna wa letahwa, ke tshwana le monna ya itlopileng veine. Naha ena yohle e se e tletse difebe, ka baka la thohako naha e apere bofifi, makgulo a dithota a omeletse. Tsela tsa difebe tsena ke tse kgopo, matla a tsona ha a sebediswe ka toka. “Baporofeta le baprista bobedi ba silafetse, e, ka tlung ya ka ke fumane bokgopo ba bona,” ho rialo Morena. “Tsela ya bona e tla thella, e thelle jwaloka e lefifing, ba tla kgarametswa, ba wele fifing leo, hobane ke tla theolela koduwa hodima bona, ka selemo sa kotlo,” ho rialo Morena. “Ke bone sebe sa baporofeta ba Samaria, ba porofetile ka Baale, ba kgelosa tjhaba sa ka sa Iseraele. Hara baporofeta ba Jerusalema ke bone se tshosang: Ba etsa bofebe, ba phela ka ho bua mashano, ba bile ba kgothaletsa batho ho etsa bokgopo, hoo ho seng ya furallang bokgopo ba hae. Kaofela ha bona ho nna ba tshwana le ba Sodoma, baahi ba teng ba tshwana le ba Gomora hantle.” Ka baka leo, Morena wa mabotho o bua tjena malebana le baporofeta: “Bonang, ke tla ba nwesa lengana, ke ba nwese metsi a babang sa leshokgwa, hobane ho silafala ho tletseng kahara naha ke ho tswang ho baporofeta, baporofeta ba Jerusalema.” Morena wa mabotho o bua tjena: “Le se ke la mamela mantswe a baporofeta, ba le porofetelang ka ho le bolella mafeela; ba bua ka dipono tse tswang mehopolong ya bona, e seng tse tswang ka molomong wa Morena. Ho ba nnyedisang, baporofeta ba re ho bona: Morena o boletse hore le tla phela ka kgotso; ho ba latelang pelo tsa bona tse manganga, ba re: Ha ho na koduwa e tla le wela hodimo! Ke ofe ho bona ya kila ba lekgotleng la Morena? Ke ofe ya kila mmona, a ba a utlwa ntswe la hae? Ke ofe ya kila utlwa ntswe la hae, a le mamela? Tsokotsane sa Morena se tsohile, se tsohile ka sekgahla le ka kgalefo, ka sekgahla, ba kgopo se a ba tsukutla. Kgalefo ya Morena ha e ka ke ya kgaotsa, ho fihlela e phethahatswa ke yena, ho fihlela a phethile merero ya hae; sena le tla se utlwisisa mehleng ya ho qetela. Baporofeta bana ha ke a ka ka ba roma, empa ba ile ba ya ba potlakile; ha ke eso ka ke bua le bona, empa bona ba porofetile. Ha ba ne ba bile teng kgotleng la ka, ba ka be ba entse hore tjhaba sa ka se utlwe mantswe a ka, ba se kgelositse tsela tsa sona tse kgopo, ba se kgutlisitse ketsong tsa sona tse kgopo.” Morena o re: “Ke Modimo ya teng hohle, ya teng hole le haufi. Na motho a ka ipata dikgotjheletsaneng, a ipata teng, yaba ha ke mmone?” ho rialo Morena. “Na ha ke fumanwe lehodimong le lefatsheng?” ho rialo Morena. “Ke utlwile se bolelwang ke baporofeta bana ba porofetang mashano ka lebitso la ka, ba re: Ke lorile! Ke lorile! Baporofeta baa ba tla porofeta mashano ho fihlela neng? E, ke baporofeta ba porofetang mashano a tswang mehopolong ya bona. Ka ditoro tsena tseo ba di bolellanang, ba nahana hore ba tla etsa hore setjhaba sena sa ka se lebale lebitso la ka, jwalokaha bo-ntata bona ba ile ba lebala lebitso la ka ka baka la Baale. Moporofeta ya lorileng toro a ke a bolele toro eo, le ya tsebang lentswe la ka a ke a le bolele ka botshepehi. Mmoko ke eng, ha o bapiswa le koro?” ho rialo Morena. “Na lentswe la ka ha le tshwane le mollo?” ho rialo Morena. “Na ha le tshwane le hamore e thuang mafika, e a etse maqhetswana? “Ka baka leo, ke hanyetsana le baporofeta ba utswang mantswe a ka ka ho a nka melomong ya ba bang,” ho rialo Morena. “Ke hanyetsana le baporofeta ba buang ka maleme a bona, ba re: Morena o re, ” ho rialo Morena. “Ke hanyetsana le ba porofetang ditoro tsa mashano, ba be ba di bolele, ba etse hore setjhaba sa ka se kgelohe ka baka la mashano ao a bona le boithoriso boo ba bona, athe ke ne ke sa ba roma, le ho ba laela ke sa ba laela,” ho rialo Morena. “Ka baka lena, ha ba etsetse setjhaba sena molemo,” ho rialo Morena. “Ha o ka botswa ke setjhaba sena, kapa ke baporofeta, kapa ke baprista, ha thwe: Molaetsa wa Morena ke ofe? Wena o tle o re ho bona: Molaetsa oo ke lona! Ke tla qetella ke le lahlile, ho rialo Morena. Ha e le moporofeta, kapa moprista, kapa e mong wa setjhaba ya ka reng: Molaetsa wa Morena, motho eo ke tla mo otla hammoho le lelapa la hae lohle. Kahoo motho ka mong o tla re ho mohahabo, kapa motho ka mong a re ho ngwanabo: Karabo ya Morena ke efe? Morena o itseng?>*** Ha le ka ke la hlola le bua ka molaetsa wa Morena hape, hobane lentswe la motho ka mong e tla ba lona molaetsa wa hae. Le sokamisitse mantswe a Modimo ya phelang, a Morena wa mabotho, Modimo wa rona. Wena o tle o bue tjena ho moporofeta, o re: Morena o o arabetse ka ho reng? Morena o itseng?>*** “Empa erekaha le re: Molaetsa wa Morena, mme ke ile ka le tsebisa, ka re: Le se ke la re: “Molaetsa wa Morena,” Morena o bua tjena: Le sebedisitse mantswe ana: “Molaetsa wa Morena,” le hoja ke ile ka le bolella ka re le se ke la re: Molaetsa wa Morena; ka baka leo, bonang, nna, e leng nna, ke tla le lebala ho hang, ke le furalle le motse ona oo ke neng ke o nee lona le bo-ntata lona, ebe ke le leleka mahlong a ka. Ke tla le swabisa kamehla yohle, ke le hlabise dihlong, tse ke keng tsa lebalwa kamehla yohle.” Ha Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, a se a thopile Koniya, mora wa Jehoyakime, kgosi ya Juda, le mahosana a Juda, le ditsebi tsa mesebetsi ya matsoho, le malala, a ba tlositse Jerusalema, a ba isa Babilona, Morena a mpontsha diroto tse pedi tsa feiye, tse beilweng kapele ho Tempele ya Morena. Se seng sa diroto tsena se ne se tshetse feiye e ntle, e tshwanang le feiye e butswang pele; se seng sona se tshetse feiye e bodileng, hoo e neng e ke ke ya jewa. Yaba Morena o re ho nna: “Jeremia, o bonang?” Nna ka araba, ka re: “Feiye! Feiye e ntle, e ntle haholo, empa feiye e bodileng yona e bodile hoo e ke keng ya jewa.” Lentswe la Morena la boela la fihla ho nna, la re: “Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena: Baahi ba Juda ba thopilweng, bao ke ba ntshitseng naheng ena, ka ba isa naheng ya Bakalatiya, ke tla ba tadima ka mohau jwaloka feiye ena e ntle. Ke tla ba alosa, ke ba etsetse tse molemo, mme ke ba kgutlisetse naheng ena hape. Ke tla ba bopa, ke se ke ka ba qhalanya; ke tla ba tsitsisa, ke se ke ka ba diha. Ke tla etsa hore dipelo tsa bona di ntsebe, di tsebe hore ke nna Morena. Bona e tla ba setjhaba sa ka, nna ke be Modimo wa bona, hobane ba tla kgutlela ho nna ka dipelo tsa bona tsohle. “ Empa ha e le Sedekiya, kgosi ya Juda, le mahosana a hae, le masalla a Jerusalema a ntseng a le naheng ena, le a phelang naheng ya Egepeta, bohle ke tla ba tshwantsha le feiye ena e bodileng hoo e ke keng ya jewa, ho rialo Morena. Ke tla etsa hore mebuso yohle ya lefatshe e ba nyonye, dibakeng tsohle tseo ke tla ba lelekela ho tsona ba nyediswe, e be setsoto, ba songwe, ba rohakwe. Ke tla ba bolaya ka sabole, le ka sekoboto, le ka lefu la sewa, ho fihlela ba fedile lefatsheng leo ke neng ke ba nee lona le bo-ntata bona. ” Ka selemo sa bone sa puso ya Jehoyakime, mora wa Josiya, kgosi ya Juda, e leng selemo sa pele sa puso ya Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, lentswe la Morena la fihla ho Jeremia, malebana le setjhaba sa Juda. Yaba moporofeta Jeremia o bua ho setjhaba sohle sa Juda, le ho baahi bohle ba Jerusalema, o re: “Ho qala ka selemo sa leshome le metso e meraro sa puso ya Josiya, mora wa Amona, kgosi ya Juda, ho fihlela kajeno, ke dilemo tse mashome a mabedi a metso e meraro lentswe la Morena le ntse le mphihlela. Ke buile ho lona ka makgetlokgetlo, empa ha le a ka la mamela letho. Le hoja Morena a nnile a le romela bahlanka ba hae bohle, e leng baporofeta, ha le a ka la mamela kapa la sekeha ditsebe tsa lona. Baporofeta ba ile ba re: Jwale motho ka mong a kgelohe ditsela tsa hae tse kgopo, a furalle diketso tsa hae tse kgopo, a phele naheng eo Morena a e neileng lona le bo-ntata lona kamehla yohle. Le se ke la latela medimo esele, la e sebeletsa, la e kgumamela; le se ke la mphephetsa, la nkgalefisa ka mesebetsi ya matsoho a lona, mme ha nka ke ka le hlokofatsa. “ Empa ha le a ka la mamela, ho rialo Morena; le mphepheditse, la nkgalefisa ka mesebetsi ya matsoho a lona, mme la ipitsetsa kotlo. “Ka baka leo, Morena wa mabotho o re: Kahobane ha le a ka la mamela lentswe la ka, ke tla bitsa ditjhaba tsohle tse ka leboya, ho rialo Morena, ke bitse le mohlanka wa ka Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, ditjhaba tseo di futuhele naha ena le baahi ba yona, di futuhele le ditjhaba tsohle tse ahelaneng le tsona, di di ripitle ho hang, di di etse setsoto, e be sekgobo, mme di timelle ruri. Ke tla fedisa mehoo ya thabo le ya nyakallo; ke fedise lentswe la monyadi le lentswe la monyaduwa; ke fedise lerata la lelwala ha ho silwa, ke time lebone. Naha ena yohle e tla ba nanaola le setsoto, mme ditjhaba tsena di tla sebeletsa kgosi ya Babilona ka dilemo tse mashome a supileng. “ Etlare ha dilemo tse mashome a supileng di fetile, ke otle kgosi ya Babilona le setjhaba sa yona ka baka la bokgopo ba yona, naha ya Bakalatiya ke e fetole nanaola ya kamehla yohle, ho rialo Morena. Dintho tsohle tseo ke di boletseng ke tla di dihela hodima naha ena, e leng tsohle tse ngotsweng bukeng ena, tseo Jeremia a ileng a di porofetela dinaha tsena tsohle. Bakalatiya le bona ba tla sebeletsa ditjhaba tse ngata le dikgosi tse matla, ke ba otle ho ya ka diketso tsa bona le mesebetsi ya matsoho a bona. “Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena ho nna, o re: Nka senwelo sena sa veine ya kgalefo se ka letsohong la ka, mme o etse hore ditjhaba tsohle tseo ke o romang ho tsona di se nwe. Di tla se nwa, di thekesele, di hlanye ka baka la sabole eo ke tla di bolaya ka yona. ” Yaba ke nka senwelo se ka letsohong la Morena, ke se nwesa ditjhaba tsohle tseo Morena a nthommeng ho tsona, e leng tse Jerusalema le metseng ya Juda le dikgosi tsa yona, le mahosana a yona, hore di tle di fetohe nanaola, setsoto, sekgobo le thohako, jwalokaha ho le jwalo kajeno; le Faro, kgosi ya Egepeta, le bahlanka ba hae, le mahosana a hae, le setjhaba sohle sa hae, le melata yohle e Egepeta, le dikgosi tsohle tsa naha ya Use, le dikgosi tsohle tsa naha ya Filesitiya, le Ashekelone, le Asa, le Ekerone, le masalla a Ashedode, le Edomo, le Moabe, le bana ba Amone, le dikgosi tsohle tsa Tire, le dikgosi tsohle tsa Sidone, le dikgosi tsohle tsa dinaha tse lebopong la lewatle, le Dedane, le Tema, le Buse, le tsohle tse dibakeng tse hole, le dikgosi tsohle tsa Arabia, le dikgosi tsohle tsa merabe esele a ahileng lehwatateng, le dikgosi tsohle tsa Simeri, le dikgosi tsohle tsa Elame, le dikgosi tsohle tsa Media, le dikgosi tsohle tsa leboya, tse hole le tse haufi, ka ho hlahlamana ha tsona, le mebuso yohle e teng mona lefatsheng, mme qetellong ho tla nwa kgosi ya Sheshake. “Jwale o tle o re ho bona: Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: Nwaang, le tahwe, le hlatse, le we, le se ke la hlola le tsoha, ka baka la sabole eo ke tla le bolaya ka yona. Empa haeba ba hana ho nka senwelo se ka letsohong hore ba nwe, wena o tle o re ho bona: Morena wa mabotho o bua tjena: Le sa tle be le nwe! Bonang, jwale ke qala ho dihela koduwa hodima motse ona o bitswang ka lebitso la ka; ebe na lona le ke ke la otlwa ho hang? Le tla otlwa, hobane baahi bohle ba lefatshe ke tla ba bolaya ka sabole, ho rialo Morena wa mabotho. “Jwale ba porofetele mantswe ana wohle, o re ho bona: “ Morena o tla puruma a le hodimo, a howeletse a le sehalalelong sa hae, a kgarumele lefatshe la hae. O tla howa sa batho ba tlhotlang morara, a howeletse baahi bohle ba lefatshe. Rata le tla fihla pheletsong tsa lefatshe, hoba tjhaba tsohle Morena o tla di qosa, batho bohle le bona a ba ahlole, ba kgopo a ba bolaye ka sabole, ” ho rialo Morena. Morena wa mabotho o bua tjena: “Koduwa e tla aparela ditjhaba! Lehodiotswana le tla tsoha, le tla tsoha pheletsong tsa lefatshe!” Mohla tsatsi leo, bao Morena a ba bolaileng ba tla fumanwa hohle, ho tloha pheletsong e nngwe ya lefatshe ho ya fihla ho e nngwe. Ha ba ka ke ba llelwa, ditopo tsa bona ha di ka ke tsa phuthwa leha e le ho epelwa; di tla tshwana le kgapane e tletsatletseng hara naha. Lona badisa llang, le bokolle haholo, lona beng ba mohlape ipitikeng hodima molora; nako ya ho bolawa ha lona e fihlile, nako ya ho qhalanngwa ha lona e phethahetse; le tla wa, le pshatlehe sa lefiso le letleletle! Badisa ha ba ka ke ba fumana setshabelo, beng ba mohlape le bona ba sitwe ho phonyoha. Seboko sa badisa se tla utlwahala, le sello sa beng ba mehlape, sello sa pohomela, hobane makgulo a bona Morena o a sentse! Metse ya bona ya kgotso e fetohile masupi, ka baka la kgalefo ya Morena, kgalefo e tlokomang. Morena o jwaloka tau e tswile selaong, kahoo naha ya bona e fetohile nanaola, ka baka la bohale ba sabole, sabole ya motlatlapi, ka baka la kgalefo ya Morena, kgalefo e tlokomang. Tshimolohong ya puso ya Jehoyakime, mora wa Josiya, kgosi ya Juda, lentswe la Morena la fihla ho Jeremia, la re: “Morena o bua tjena: Ema lebaleng la Tempele ya Morena, o bue ho bohle ba metse ya Juda, ba tlang ho tla rapella ka Tempeleng ya Morena. Ba bolelle mantswe wohle ao ke o laelang hore o ba bolelle wona, mme o se ke wa siya lentswe leha le le leng feela. Mohlomong ba tla mamela, motho ka mong a kgelohe tsela ya hae e kgopo, ebe ke a hauha, ke thibela koduwa eo ke neng ke rerile ho ba dihela yona hodimo, ka baka la diketso tsa bona tse kgopo. O ba bolelle, o re: Morena o bua tjena: Haeba le sa mmamele, le sa latele melao ya ka eo ke le beetseng yona; haeba le sa mamele mantswe a bahlanka ba ka, e leng baporofeta bao ke ba rometseng ho lona ka makgetlokgetlo, le hoja le sa ka la ba mamela; nna ke tla etsa hore Tempele ena e tshwane le Shilo, motse ona o rohakehe mahlong a ditjhaba tsohle tsa lefatshe. ” Yaba baprista le baporofeta, mmoho le setjhaba sohle, ba utlwa Jeremia ha a bua mantswe ana a le ka Tempeleng ya Morena. Ha Jeremia a qetile ho bua tsohle tseo Morena a neng a mo laetse tsona hore a di bue ho setjhaba sohle, baprista le baporofeta mmoho le setjhaba sohle, ba mo tshwara, ba re: “Ruri o tlameha ho bolawa! Ke ka baka lang ha o porofeta ka lebitso la Morena, o re: Tempele ena e tla tshwana le Shilo, motse ona o tla fetoha lesupi, o hloke baahi? ” Yaba setjhaba sohle se bokanela Jeremia ka Tempeleng ya Morena. Ha mahosana a Juda a utlwa tsena, a nyoloha tlung ya kgosi, a ya Tempeleng ya Morena, a fihla a dula lebaleng la Monyako o Motjha wa Tempele ya Morena. Jwale baprista le baporofeta ba bua ho mahosana le ho setjhaba sohle, ba re: “Motho enwa o tlameha ho ahlolelwa lefu, hobane o porofetetse motse ona timelo, jwalokaha le ikutlwetse ka ditsebe tsa lona!” Yaba Jeremia o bua ho mahosana wohle le ho setjhaba sohle, o re: “Morena o nthomme hore ke porofetele Tempele ena le motse ona mantswe wohle ao le a utlwileng. Ka baka lena, fetolang mekgwa ya lona, le diketso tsa lona, le mamele lentswe la Morena Modimo wa lona, mme Morena o tla hauha, a se ke a le tlisetsa koduwa eo a le reretseng yona. Ha e le nna ke matsohong a lona: Etsang ka nna seo lona le bonang se le molemo, mme se lokela. Feela le tsebe hore haeba le ka fela la mpolaya, lona, le baahi ba motse ona, le tla ba molato wa ho tsholla madi a se nang molato, hobane ruri Morena o nthomme ho lona, hore ke tlo bua mantswe ana wohle moo le ntseng le utlwa.” Yaba mahosana, mmoho le setjhaba sohle, a re ho baprista le ho baporofeta: “Motho enwa ha a lokele ho ahlolelwa lefu, hobane o buile ho rona ka lebitso la Morena Modimo wa rona!” Jwale ba bang ba baholo ba naha eo ba ema, ba bua le setjhaba sohle se phuthehileng, ba re: “Mehleng ya Hesekiya, kgosi ya Juda, Mmika wa Moreshete a na a porofeta, a bolella setjhaba sohle sa Juda, a re: Morena wa mabotho o bua tjena: “ Sione e="" tla="" lengwa="" jwalokaha="" eka="" ke="" tshimo="", Jerusalema="" yona="" e="" fetohe="" diqubu="" tsa="" majwe="", leralla="" leo="" Tempele="" e="" hahilweng="" hodima="" lona="" le="" fetohe="" tututswana="" e="" aparetsweng="" ke="" moru.="" “Na Hesekiya, kgosi ya Juda, le bohle ba morabe wa Juda, ba ne ba mmolaye? Na Hesekiya ha a a ka a tshaba Morena, a ithapella ho Morena? Na Morena ha a a ka a hauha, a se ke a ba tlisetsa koduwa eo a neng a ba reretse yona? Re lekgatheng la ho itlisetsa koduwa e tshabehang!” Ho ne ho ena le monna e mong ya neng a porofeta ka lebitso la Morena. E ne e le Uriya, mora wa Shemaya ya tswang Kiriate-Jearime. Le yena o ne a porofetela motse ona le naha ena timelo, mme a bua mantswe wohle a tshwanang le a Jeremia. Ha bo-kgosi Jehoyakime le bahale bohle ba hae, le mahosana wohle a hae, ba utlwa mantswe a Uriya, kgosi Jehoyakime a batla ho mmolaya, empa yare ha Uriya a utlwela a tshoha, yaba o balehela Egepeta. Kgosi Jehoyakime a roma banna Egepeta, e leng Elenathane, mora wa Akabore, le banna ba bang ba neng ba mo tsamaisa tsela ho ya Egepeta. Banna bao ba tla le Uriya, ba mo tlisa ho kgosi Jehoyakime. Jehoyakime a mmolaya ka sabole, a lahlela setopo sa hae ka setsheng sa mabitla a bafo. Leha ho le jwalo Ahikama, mora wa Shafane, a buella Jeremia hore a se ke a neelwa setjhaba hore se mmolaye. Tshimolohong ya puso ya Jehoyakime, mora wa Josiya, kgosi ya Juda, lentswe la Morena la fihla ho Jeremia, la re: Morena o bua tjena ho nna: “Iketsetse marapo le dijoko, o di tlamelle molaleng wa hao. Ebe o romela molaetsa ho kgosi ya Edomo, le ho kgosi ya Moabe, le ho kgosi ya Baamone, le ho kgosi ya Tire, le ho kgosi ya Sidone; o o romele ka maqosa a tlileng Jerusalema ho Sedekiya, kgosi ya Juda. O laele maqosa ao hore a tle a re ho beng ba wona: Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: Bolellang beng ba lona, le re: Ka matla a ka, le ka letsoho la ka le otlolohileng, ke nna ya entseng lefatshe, le motho, le diphoofolo tse teng lefatsheng, mme tsena tsohle ke di nea eo ke fumanang ho lokela ho mo nea tsona. Jwale dinaha tsena tsohle ke di neile mohlanka wa ka, Nebukadenesare, kgosi ya Babilona; ke bile ke mo neile le diphoofolo tsohle tsa naha hore di mo sebeletse. Ditjhaba tsohle di tla mo sebeletsa, di sebeletse le mora wa hae le setloholo sa hae, ho fihlela nako e baletsweng naha ya hae e fihla, ebe jwale ditjhaba tse ngata, le dikgosi tse matla, di mo sebedisa kamoo di ratang kateng. “ Empa haeba mmuso kapa setjhaba se hana ho sebeletsa Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, se hana ho diha melala ya sona tlasa joko ya kgosi ya Babilona, setjhaba seo ke tla se bolaya ka sabole, le ka sekoboto, le ka lefu la sewa, ho fihlela ke se timetsa ka letsoho la Nebukadenesare, ho rialo Morena. Ka baka leo, lona le se ke la mamela baporofeta ba lona, kapa dinohe tsa lona, kapa mathuela a lona, kapa baupi ba lona, kapa baloi ba lona, ba reng ho lona: Le ke ke la sebeletsa kgosi ya Babilona. Ba le porofetela leshano, hore le tle le iswe hole le naha ya lona, nna ke tle ke le leleke, ebe le a timela. Empa setjhaba se tla diha molala wa sona tlasa joko ya kgosi ya Babilona, se e sebeletse, sona ke tla se tlohela se nne se be naheng ya sona, se e leme, se phele ho yona, ho rialo Morena.” Le ho Sedekiya, kgosi ya Juda, ka bua wona mantswe ana wohle, ka re: “Dihang melala ya lona tlasa joko ya kgosi ya Babilona, le e sebeletse, le tle le phele. Ke ka baka lang ha wena le setjhaba sa hao le rata ho bolawa ka sabole, le ke sekoboto, le ke lefu la sewa, jwalokaha Morena a boletse malebana le setjhaba se sa tlo sebeletsa kgosi ya Babilona? Ka baka leo, le se ke la mamela mantswe a baporofeta ba reng ho lona: Le ke ke la sebeletsa kgosi ya Babilona, hobane ba le porofetela leshano. Baporofeta bao ha ke a ba roma, ho rialo Morena, empa ba porofeta leshano ka lebitso la ka, hore ke tle ke le leleke, mme lona le baporofeta bao le tle le shwe.” Le ho baprista le setjhaba sohle ka bua, ka re: “Morena o re: Le se ke la mamela mantswe a baporofeta ba lona, ba le porofetelang, ba re: Bonang, haufinyane thepa ya Tempele ya Morena e tla kgutliswa Babilona, hobane ba le porofetela leshano. Le se ke la ba mamela; le sebeletse kgosi ya Babilona, le tle le phele. Ke ka baka lang ha le rata hore motse oo o tle o fetohe lesupi? Empa haeba e le baporofeta, mme eba mantswe a bona ke a Morena, a ba ke ba rapele Morena wa mabotho hona jwale, hore thepa e setseng ka Tempeleng ya Morena, le ka tlung ya kgosi ya Juda le Jerusalema, e se ke ya iswa Babilona. “Morena wa mabotho o bua tjena malebana le ditshiya le tanka eo baprista ba tollang ka ho yona le ditshehetso le thepa e setseng motseng ona, eo Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, a sa kang a e nka ha a ne a thopa Koniya, mora wa Jehoyakime, kgosi ya Juda, a mo thopa Jerusalema, a mo isa Babilona, le mahosana wohle a Juda le Jerusalema; e, Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena malebana le thepa e setseng ka Tempeleng ya Morena, le ka tlung ya kgosi ya Juda le Jerusalema: E tla nkwa, e iswe Babilona, mme e tla ba moo ho fihlela letsatsi leo ke tla e lata ka lona, ho rialo Morena, mme mohlang oo ke tla nyoloha le yona, ke e kgutlisetse sebakeng sena. ” Ka kgwedi ya bohlano ya selemo sa bone sa ho qaleha ha puso ya Sedekiya, kgosi ya Juda, ka sona selemo seo, Hananiya, mora wa moporofeta Asure, ya neng a etswa Gibeone, a bua ho nna re le ka Tempeleng ya Morena, moo ho leng teng baprista le setjhaba sohle, a re: “Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena, o re: Ke robile joko ya kgosi ya Babilona! Ho eso fete dilemo tse pedi, thepa yohle ya Tempele ya Morena, eo Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, a neng a e nke mona, a e isa Babilona, ke tla e kgutlisetsa hape sebakeng sena. Le Koniya, mora wa Jehoyakime, kgosi ya Juda, ke tla mo kgutlisetsa mona hape, hammoho le bathopuwa bohle ba Juda ba neng ba iswe Babilona, hobane ke tla roba joko ya kgosi ya Babilona, ” ho rialo Morena. Jwale moporofeta Jeremia, moo baprista le setjhaba sohle se neng se eme ka Tempeleng ya Morena se ntseng se le teng, a araba moporofeta Hananiya. Moporofeta Jeremia a re: “A ho be jwalo! Morena a ke a etse jwalo! Morena a phethahatse mantswe a hao, ao o a porofetileng; a ke a kgutlise thepa ya Tempele ya Morena, le bohle ba ileng ba thopuwa, ba kgutle Babilona, ba tle kwano. Leha ho le jwalo, mamela lentswe lena leo ke le buang ditsebeng tsa hao, le ditsebeng tsa setjhaba sena sohle. Ho tloha mehleng ya kgale baporofeta ba bileng teng pele ho nna le pele ho wena, ba nnile ba porofetela dinaha tse ngata le mebuso e matla, ba porofeta ntwa le koduwa le lefu la sewa. Ha mantswe a moporofeta ya porofetang kgotso a phethahala, ho tla tsejwa hore moporofeta eo o ne a fela a ronngwe ke Morena.” Jwale moporofeta Hananiya a nka joko e neng e le molaleng wa moporofeta Jeremia, a e roba. Hananiya a bua moo setjhaba sohle se ntseng se le teng, a re: “Morena o bua tjena: Ho eso fete dilemo tse pedi, joko ya Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, e melaleng ya ditjhaba tsohle, ke tla e roba ka wona mokgwa ona. ” Yaba moporofeta Jeremia o a itsamaela. Hoba moporofeta Hananiya a robe joko e neng e le molaleng wa moporofeta Jeremia, lentswe la Morena la fihla ho Jeremia, la re: “Tsamaya o yo bolella Hananiya, o re: Morena o bua tjena: O robile joko ya lehong, empa bakeng sa yona ba tla fumana joko ya tshepe. Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: Ke beile joko ya tshepe hodima melala ya ditjhaba tsena tsohle, hore di tle di sebeletse Nebukadenesare, kgosi ya Babilona. Di tla mo sebeletsa, mme ke bile ke mo neile le diphoofolo tsa naha. ” Jwale moporofeta Jeremia a re ho moporofeta Hananiya: “Mamela mona, wena Hananiya! Morena ha a ya o roma, empa wena o etsa hore setjhaba sena se tshepe leshano! Ka baka lena, Morena o bua tjena: Ke tla o fedisa lefatsheng mona! Ka sona selemo sena o tla shwa, hobane o rutile setjhaba ho kwenehela Morena! ” Yaba Hananiya o shwa ka kgwedi ya bosupa ya sona selemo seo. Ana ke mantswe a lengolo leo moporofeta Jeremia a neng a le ngole a le Jerusalema, a le ngolla masalla a baholo ba setjhaba ba ileng ba thopuwa, le baprista le baporofeta le setjhaba sohle seo Nebukadenesare a neng a ile a se thopa Jerusalema, a se isa Babilona. Le ile la ngolwa hoba batho bana ba tlohe Jerusalema, e leng kgosi Koniya, le mofumahadi, le matona, le mahosana a Juda le a Jerusalema, le ditsebi tsa mesebetsi ya matsoho le malala. Lengolo le ne le rometswe ka Elasa, mora wa Shafane, le Gemareya, mora wa Hilekiya, bao Sedekiya, kgosi ya Juda, a neng a ba romme ho Nebukadenesare, kgosi ya Babilona. Lengolo leo le ne le re: “Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena ho bohle ba ileng ba thopuwa, bao ke ileng ka etsa hore ba tloswe Jerusalema, ba iswe Babilona: Ikgaheleng matlo, le itulele ho wona; itemeleng dirapa, le itjelle tse melang ho tsona. Inyalleng basadi, le itswalle bara le baradi; nyadisang bara ba lona, le baradi ba lona ba inyallwe, ba tle ba itswalle bara le baradi, e le hore le anafale, palo ya lona e se ke ya fokotseha. Motse oo ke entseng hore le iswe ho wona le le bathopuwa le ke le o batlele kgotso, le o rapelle ho Morena, hobane ke ha feela motse oo o ena le kgotso le lona le tlang ho ba le kgotso! “Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: Se dumeleng ho thetswa ke baporofeta ba lona le dinohe tse phelang hara lona; le se ke la kgolwa ditoro tsa lona, tseo le reng mathuela a di lore. Batho bana ba porofeta leshano ka lebitso la ka. Ha ke a ba roma, ho rialo Morena. “Morena o bua tjena: Ha dilemo tse mashome a supileng tse baletsweng Babilona di fela, ke tla le hopola, ke phethahatse tshepiso ya ka ya ho le hauhela ke le kgutlisetsa sebakeng sena. Ke tseba merero eo ke le reretseng yona, ho rialo Morena, merero e metle e seng e mebe, merero ya ho le nea tshepo le bophelo ba kamoso. Ka nako eo le tla ipiletsa ho nna, le nthapele, mme nna ke tla le mamela. Le tla mpatla, mme le mphumane, haeba le mpatla ka dipelo tsa lona tsohle. Le tla mphumana, ho rialo Morena, mme ke tla le kgutlisa bothopuweng. Ke tla le phutha ditjhabeng tsohle le dinaheng tsohle tseo ke le leleketseng ho tsona, ho rialo Morena, ke le kgutlisetse sebakeng seo ke neng ke le nke ho sona, ka le isa bothopuweng. “Mohlomong le ka re: Morena o re hlahiseditse baporofeta mona Babilona, empa Morena o bua tjena ka kgosi e dutseng teroneng ya Davida le ka setjhaba sohle se setseng motseng ona, e leng bang ka lona ba sa kang ba ya le lona bothopuweng, e, Morena wa mabotho o bua tjena: Ke tla ba bolaya ka sabole, le ka sekoboto, le ka lefu la sewa, ke etse hore ba tshwane le feiye e bodileng hoo e ke keng ya jewa. Ke tla ba bolaya ka sabole, le ka sekoboto, le ka lefu la sewa, ke etse hore mebuso yohle ya lefatshe e ba nyonye, hore ba tle ba rohakwe, e be setsoto, le sekgobo, ba nyediswe ditjhabeng tseo ke ba leleketseng ho tsona. Ke hobane ha ba a ka ba mamela mantswe a ka, ao ke nnileng ka ba romela wona ka makgetlokgetlo, ka bahlanka ba ka, e leng baporofeta. Empa le lona ha le a ka la mamela, ho rialo Morena. “Ka baka leo, lona bohle ba bothopuweng, bao ke ileng ka ba tlosa Jerusalema ka ba isa Babilona, mamelang mantswe a Morena. Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena malebana le Akabe, mora wa Kolaya, le Sedekiya, mora wa Maasiya, ba le porofetelang leshano ka lebitso la Morena, o re: Bonang, ke tla neelana ka bona matsohong a Nebukadenesare, kgosi ya Babilona; yena o tla ba bolaya moo le ntseng le bona. Bathopuwa bohle ba tswang naheng ya Juda, ba isitsweng Babilona, ha ba rohaka motho, ba tla re: Morena a ke a le etse seo a neng a se etse Sedekiya le Akabe, bao kgosi ya Babilona e neng e ba tjhese ka molla, hobane ba ne ba entse manyala naheng ya Iseraele. Ba etsa bohlola le basadi ba ba ahelaneng le bona, ba bua leshano ka lebitso la ka, empa ke sa ba laela ho bua jwalo. Le nna ke a tseba, mme ke paki, ho rialo Morena. “Ho Shemaya ya tswang Nehelame le tle le bue tjena, le re: Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena, o re: Kaha o ngoletse setjhaba sohle sa Jerusalema, wa ngolla le moprista Sofonea, mora wa Maasiya, wa ngolla le baprista bohle, wa re: Morena o o entse moprista bakeng sa moprista Jehoyada, hore o be molebedi wa Tempele ya Morena, e le hore motho e mong le e mong ya itlhantshang ka ho iketsa moporofeta, o mo kenye tjhankaneng, o mo tlame ka mahlaahlela maotong le molaleng. Jwale ke ka baka lang o sa kang wa kgalemela Jeremia wa Anatote ya ikentseng moporofeta wa lona? O rometse molaetsa ho rona, Babilona, a re: Le tla nka nako e telele le ntse le thopilwe. Ikgaheleng matlo, le itulele ho wona; itemeleng dirapa, le itjelle tse melang ho tsona. ” Moprista Sofonea a bala lengolo lena moo moporofeta Jeremia a ntseng a utlwa. Jwale lentswe la Morena la fihla ho Jeremia, la re: “Romela molaetsa ho bothopuwa bohle, o re: Malebana le Shemaya ya tswang Nehelame, Morena o bua tjena: Kaha Shemaya a le porofetetse, empa ke ne ke sa mo roma, mme a etsa hore le tshepe leshano, ka baka leo, Morena o re: Bonang, ke tla otla Shemaya ya tswang Nehelame le ditloholo tsa hae. Ha ho le ya mong wa bana ba hae ya tla sala; le yena Shemaya ha a ka ke a bona tse molemo, tseo ke tla di etsetsa setjhaba sa ka, hobane o rutile setjhaba sa ka ho mphetohela, ” ho rialo Morena. Lena ke lentswe la Morena le ileng la tla ho Jeremia, le re: “Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena: Ngola mantswe wohle ao ke o boleletseng wona bukeng. Bonang, matsatsi a a tla, ho rialo Morena, ao ka wona setjhaba sa ka sa Iseraele le sa Juda se bothopuweng, ke tla se kgutlisetsa naheng eo ke neng ke e nee bo-ntata sona, hore e be ya bona,” ho rialo Morena. Ana ke mantswe ao Morena a neng a a bue malebana le setjhaba sa Iseraele le sa Juda. Morena o bua tjena: “Re utlwile seboko se bakwang ke tshabo, seboko sa tshabo e seng sa kgotso. Inahaneng ke hona, le be le botse: Na monna a ka beleha ngwana? Ke hobaneng ha banna ba itshwere matheka, ba itshwere sa mosadi a kena tlung? Ke hobaneng ha fahleho tsohle di pudufetse? Jo, tsatsi leo le leholo haholo! Ha ho na le ka tshwanang le lona: Ke tsatsi la tlokotsi ya tjhaba sa ka, empa tjhaba seo se tla phonyoha ho yona. “Ka tsatsi leo, ho rialo Morena mabotho, ke tla roba joko e molaleng wa sona, marapo a se tlammeng ke a kgaole, se se hlole se sebeletsa baditjhaba. Se tla sebeletsa Morena, Modimo wa sona, se sebeletse Davida, kgosi ya sona, yena eo ke tla mmea ho ba kgosi ya sona. “Ka baka leo, se tshabe letho, wena mohlanka wa ka Jakobo,” ho rialo Morena. “Se tsielehe, wena Iseraele, ke tla o pholosa o le bakeng se hole, ke lopolle tloholo tsa hao naheng ya bothopuwa; tjhaba sa ka se tla kgutla, se phele ka kgotso, se phele ka boiketlo, ho se ya se tshosang. Ke na le wena, ke tla o pholosa,” ho rialo Morena. “Le hoja ka tla timetsa ditjhaba tsohle, tjhaba tseo le tletsatletseng hara tsona, wena ha nka ke ka o timeletsa ruri. Leha ke o kgalemela e tla ba ka toka, nke ke ka o tlohela ke sa o otla.” Morena o bua tjena: “Maqeba a hao ke a sa foleng, kotsi tsa hao ke tse sa phekoleheng. Ha ho ya o buellang nyeweng, diso tsa hao ha di na pheko, ha ho na tshepo ya hore o tla fola. Bohle ba o ratang ba o lebetse, ha ba sa re letho ka wena; ke o otlile sa sera se o otla, ka o tuba sa ya sehloho a o tuba, ka baka la bongata ba makgopo a hao, hoba dibe tsa hao di ile tsa eketseha. O llisetswang ke matshwenyeho a hao? Bohloko ba hao ke bo sa phekoleheng! Ka baka la bongata ba makgopo a hao, le ka baka la bongata ba dibe tsa hao, tsena ke entse hore di o hlahele. Bohle ba o timetsang le bona ba tla timetswa, dira tsa hao tsohle di tla thopuwa. Ba o hanyapetsang ba tla hanyapetswa, ba o hapelang le bona ba tla hapelwa. Ke tla o phekola, ke fodise maqeba a hao,” ho rialo Morena, “hoba ba ile ba o bitsa Molahluwa, ba re: Ena ke Sione e sa natsweng ke motho.” Morena o bua tjena: “Ke tla kgutlisa tjhaba sa ka, Ke se kgutlisetse naheng ya sona, lelapa ka leng ke le hauhele, Masupi a Jerusalema a tla tsoswa, le yona ntlo ya bokgosi e be e tsoswe. Baahi ba yona ba tla bina dithoko, mehoo ya thabo le yona e utlwahale. Palo ya bona ke tla e eketsa, mme ha ba ka ke ba fokotseha. Ke tla be ke ba tlisetse tlotla, ba ke ke ba hlola ba nyediseha. Bana ba bona ba tla tshwana le mehleng ya kgale, tjhaba sa bona se tsitse ke ntse ke se bona; bahatelli ba bona bohle ke tla ba otla. Kgosi ya bona e tla hlaha hara bona, kgosana ya bona e be e mong wa bona; ke tla e atametsa, e be haufi le nna. Ya tla ba le sebete sa ho nkatamela ke mang?” ho rialo Morena. “Lona le tla ba setjhaba sa ka nna ke be Modimo wa lona.” Setsokotsane sa Morena se ferella se halefile, ke tsokotsane se puputlang se sa kgaotse; se tla theohela hodima hlooho tsa ba kgopo. Kgalefo e tlokomang ya Morena ha e na ho kgaotsa ho fihlela Morena a phethile morero wa hae; mehleng e tlang le tla ultwisisa tsena hantle. “Ka nako eo ke tla ba Modimo, Modimo wa merabe yohle, merabe ya Iseraele, yona e be setjhaba sa ka,” ho rialo Morena. Morena o bua tjena: “Setjhaba se ileng sa phonyoha sabole se ile sa fumana mohau, sa o fumana lehwatateng, ha ke ne ke eya ho phomotsa Iseraele.” Morena a na iponahatsa ho nna, a iponahatsa ho nna mehleng ya kgale, a re: “Ke o ratile ka lerato la mehla yohle, ka o atametsa ho nna ka kutlwelobohloko. Ke tla boela ke tsosa dithako tsa hao, mme o tla tsoha wena morwetsana, Jerusalema. O tla boela o kgaba ka meropa ya hao, o kene motjekong wa ba tjekang ba thabile. Thabeng tsa Samaria o tla boela o lema morara, balemi ba o leme, ba je tholwana tsa wona. Tsatsi le a tla la hore balebedi ba hlabe mokgosi, ba o hlabe ba le thabeng ya Efraime, ba re: Emang lona, re nyoloheleng Sione, re nyoloheleng ho Morena, Morena Modimo wa rona. ” Morena o bua tjena: “Binelang Jokobo ka thabo, le mminele, binelang tjhaba se seholo hara ditjhaba. Utlwahatsang dithoko tsa lona, le re: Oho, Morena, namolela setjhaba sa hao, masalla a tjhaba sa hao, tjhaba sa Iseraele. Ke tla a tlisa a etswa naheng e ka leboya, ke a phuthe ho tloha pheletsong tsa lefatshe, ke phuthe difofu ke be ke phuthe dihlotsa, le basadi ba baimana ba kgatheng la ho beleha, ba kgutlele kwano e le letshwelehadi. Ba tla kgutla ba itshela ka dikgapha, ke ba etelle pele, bona ba ntse ba rapela. Ke tla ba tsamaisa pela melatswana e phallang, tseleng e bataletseng, moo ba ke keng ba kgoptjwa, hobane nna ke ntata Iseraele, Efraime ke mora wa ka, mora wa matsibolo. “Lona ditjhaba, utlwang lentswe la Morena, le le phatlalatse ho ya fihla mabopong a hole, le re: Ya qhalantseng Baiseraele o tla boela a ba phutha, a ba alose sa modisa a alositse mohlape. Morena o pholositse bana ba Jakobo, a ba lopolla matsohong a ba matla ho ba feta. Ba tla tla ba bine ba le hodima Sione, ba thabele bongata ba dimpho tsa Morena, e leng koro le veine le ole, le dikonyana, le dipotsanyane le manamane. Ba tla tshwana le serapa se nwesetswang hantle, ba ke ke ba hlola ba eba le mahlomola. Barwetsana ba tla etsa motjeko, ba nyakalle, ba nyakalle ba ena le bahlankana le wona maqheku. Bofifi ba bona bo tla fetoha e be thabo, ke ba tshedise, maswabi a bona e be nyakallo. Baprista ke tla ba fepa, ke ba fepe ka tse manoni, tjhaba sa ka se atelwe ke dimpho tsa ka tse ngata,” ho rialo Morena. Morena o bua tjena: “Mohoo o utlwahetse Rama, seboko le sello sa mmokotsane; Ragele o llela bana ba hae, Ragele o hana ho tshediseha, hobane bana ba hae ha ba sa le yo.” Morena o bua tjena: “Kgaotsa ho lla, o hlakole meokgo mahlong, hoba mosebetsi wa hao o tla fumana moputso,” ho rialo Morena. “Ba tla boela ba kgutla kwana naheng ya dira. Tshepo ya hore o tla ba le ditloholo e teng, bana ba hao ba tla kgutlela naheng ya habo bona,” ho rialo Morena. “Ruri ke utlwile Efraime a itelela, a re: Wena o ile wa nkotla, wa nkotla sa pohwana, pohwana ya lethapisana; nkgutlise ke hona, mme ke tla kgutla, hobane wena o Morena, Modimo wa ka. Ruri hoba ke kgelohe ke ile ka ikwahlaya, yare hoba ke rutwe ka kebisa hlooho ke ho swaba. Ka hlajwa ke dihlong, pelo ya ka ya nyahama, ka inyatsetsa dibe tsa botjha ba ka. Na ebe Efraime ke mora ka eo ke mo ratang? Na ebe ke yena ngwana ka ya nkgahlang? Leha ke ye ke mo nyatse, ke ntse ke mo hopola, pelo ya ka e mo hlolohelwa haholo, ke mo utlwela bohloko haholo,” ho rialo Morena. “Iketsetseng matshwao a tsela, le itlhomele mekolokotwane, le hlokomele mmila oo le tsamayang ho wona. Kgutla, wena morwetsana, Iseraele, kgutlela metseng eo e leng ya heno. O tla phaila ho le hokae, wena moradi ya hlokang botshepehi? Morena o etseditse lefatshe ntho e ntjha: Mosadi o tla sireletsa monna!” Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: “Ha ke se ke kgutlisitse setjhaba sena bothopuweng, baahi ba Juda le ba metsana ya yona ba tla boela ba bua tjena: “ Morena a o hlohonolofatse, wena leaho la toka, wena o leng thaba e halalelang. “ Naheng ya Juda le metseng yohle ya yona ho tla aha balemi le badisana ba mehlape. Ba kgathetseng ke tla ba kgatholla, ba lapileng ke tla ba fepa.” Yaba jwale ke a phaphama, ke a hlaphohelwa, ka fumana hore ke ne ke robetse hamonate. “Matsatsi a a tla,” ho rialo Morena, “ao ka wona ke tla atisa batho ba ntlo ya Iseraele, le ba ntlo ya Juda, ke be ke atise le tsona diphoofolo. Jwalokaha ke ile ka hlokomela hore ke ba falatse, ke ba dihe, ke ba lahlele fatshe, ke ba ripitle, ke ba hlokofatse, ka mokgwa o jwalo ke tla hlokomela hore ke ba tsitsise, ke ba hodise,” ho rialo Morena. “Ha nako eo e fihla ha ba sa tla hlola ba re: “ Bo-ntata ba jele morara o bodila, meno a bana ba bona a a thella. “Motho ka mong o tla shwa ka baka la bokgopo ba hae, e mong le e mong ya jang morara o bodila meno a hae a tla thella.” “Bonang, matsatsi a a tla,” ho rialo Morena, “ao ka wona ke tla etsa selekane se setjha, ke se etse le ba ntlo ya Iseraele, le ba ntlo ya Juda. “Ha se na ho tshwana le selekane seo ke neng ke se etse le baholoholo ba bona ha ke ne ke ba tshwere ka letsoho, ke ba ntsha naheng ya Egepeta. Le hoja ba ile ba senya selekane sa ka, ke ile ka ba Morena wa bona,” ho rialo Morena. “Selekane seo ke tla se etsa le ba ntlo ya Iseraele, hoba matsatsi ao a fete, ke sena,” ho rialo Morena. “Ke tla kenya molao wa ka maikutlong a bona, ke o ngole kahara dipelo tsa bona; ke be Modimo wa bona, bona e be setjhaba sa ka. Motho ha a sa tla hlola a ruta ya ahisaneng le yena, leha e le ngwanabo, a re: Tseba Morena, hobane ba tla ntseba bohle, ho tloha ho ya eisehang ho isa ho ya hlomphehang,” ho rialo Morena. “Ke tla ba tshwarela makgopo a bona, ha ke sa tla hlola ke hopola dibe tsa bona.” Morena ya re fileng letsatsi ho bonesa motsheare, a ba a beela kgwedi le dinaledi molao o sa fetoheng, wa hore bosiu di bonese, e be masedi, yena ya tuduanyang lewatle hore le hwase, eo bitso la hae e leng Morena wa mabotho, o bua tjena: “Haeba melao ena e ka fediswa,” ho rialo Morena, “mahlong a ka ditloholo tsa Iseraele, ha e ka ke ya hlola e eba setjhaba!” Morena o bua tjena: “Haeba mahodimo a hodimo a ka lekanngwa, le metheo ya lefatshe e ka fihlelwa, ke tla furalla ditloholo tsohle tsa Iseraele, ka baka la tsohle, tseo di di entseng,” ho rialo Morena. “Matsatsi a a tla,” ho rialo Morena, “ao ka wona motse ona o tla tsoswa ho tloha Toreng ya Hananele ho ya fihla Kgorong e Hukung. Moedi o tla tloha moo, o be o yo fihla leralleng la Garebe, o nto thinya o lebe Gowata. Kgohlo yohle eo ho lahlelwang ditopo le molora ka ho yona, le naha yohle ho ya fihla molatswaneng wa Kiderone, le ho ya fihla sekgutlong se ka botjhabela, se bitswang Kgoro ya Dipere, naha eo yohle ho Morena e tla halalela. Motse oo o ke ke wa hlola o sa ripitlwa, leha e le ho timetswa le ka mohla.” Ka selemo sa leshome sa puso ya Sedekiya, kgosi ya Juda, e leng selemo sa leshome le metso e robedi sa puso ya Nebukadenesare, lentswe la Morena la fihla ho Jeremia. Ka nako eo mabotho a kgosi ya Babilona a ne a etseditse Jerusalema thibella, mme moporofeta Jeremia o na kwaletswe ka lebaleng la tjhankana e neng e le ka tlung ya kgosi ya Juda. Sedekiya, kgosi ya Juda, o na mo kwaletse, a re: “Ke ka baka lang ha o porofeta, o re: Morena o bua tjena: Bona, ke tla neelana ka motse ona matsohong a kgosi ya Babilona, mme e tla o hapa? Sedekiya, kgosi ya Juda, a ke ke a phonyoha matsohong a Bakalatiya, empa ho tla neelanwa ka yena matsohong a kgosi ya Babilona. O tla buisana le yona ba tadimane. E tla isa Sedekiya kwana Babilona, mme o tla hlola moo ho fihlela ke mo etela, ho rialo Morena. Leha o ka lwana le Bakalatiya ha o ka ke wa atleha. ” Jeremia a re: “Lentswe la Morena le ile la fihla ho nna, la re: Bona, Hanamele, mora wa rangwanao Shalome, o tla fihla ho wena, a re: Ithekele tshimo ya ka e Anatote, hobane o na le tokelo ya ho ithekela yona. “Yaba Hanamele, mora wa rangwane, o fihla ho nna ka lebaleng la tjhankana, ho ya ka polelo ya Morena, o re ho nna: Ako reke tshimo ya ka e Anatote, naheng ya Benjamine hle, hobane o na le tokelo ya bojalefa le ya ho lopolla. Ithekele yona. “Yaba ke a tseba, he, hore lena ke lona lentswe la Morena. Ka reka tshimo ya Hanamele, mora wa rangwane, e neng e le Anatote, mme ka mo lefa ka silefera e etsang boima ba dikeramo tse makgolo a mabedi. Ka ngola lengolo la theko, ka le tiisa, ka bitsa le dipaki, yaba ke bea tjhelete sekaleng. Yaba ke nka lengolo leo la theko, le neng le tiisitswe ho ya ka molao le ka moetlo, hammoho le lengolo le neng le sa kwalwa. Ka nea Baruke, morwa wa Neriya, setloholo sa Maasiya, lengolo la theko moo mora wa rangwane, Hanamele, a leng teng, le moo dipaki tse ingotseng mabitso a tsona lengolong la theko di leng teng, le moo Bajuda bohle ba neng ba dutse ka lebaleng la tjhankana ba ntseng ba bona. “Yaba ke laela Baruke moo ba ntseng ba utlwa, ke re: Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: Nka mangolo ana a mabedi a theko, e leng le tiisitsweng le le sa kwalwang, o a boloke ka nkgong ya letsopa, hore a tle a bolokehe nako e telele. Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: Matlo le masimo le dirapa tsa morara, tsena di tla boela di rekwa naheng ena. “Yare hoba ke neelane ka lengolo la theko matsohong a Baruke, mora wa Neriya, ka rapela Morena, ka re: “Oho, Morena Modimo, o entse lehodimo le lefatshe ka matla a hao a maholo, le ka letsoho la hao le otlolohileng, mme ha ho letho le ka o sitang. O bontshitse lerato ho batho ba diketekete, empa o otla bana ka baka la bokgopo ba bo-ntata bona. O Modimo e moholo, ya matla, Morena wa mabotho; leo ke lona lebitso la hao. Merero ya hao e meholo, diketso tsa hao di matla. Mahlo a hao a bona diketso tsohle tsa batho, mme o putsa e mong le e mong ho ya ka diketso tsa hae, le ho ya ka ditholwana tsa mesebetsi ya hae. O entse dipontsho le mehlolo naheng ya Egepeta, le kajeno tsena o ntse o di etsa naheng ya Iseraele le hara ditjhaba tse ding, mme o tumisitse lebitso la hao ho fihlela kajeno. O ile wa ntsha setjhaba sa hao sa Iseraele naheng ya Egepeta ka dipontsho le ka mehlolo, le ka letsoho le matla le otlolohileng le ka ho tshabeha ho hoholo, wa se nea naha ena, eo o neng o hlapanyetse bo-ntata sona hore o tla ba nea yona, e leng naha e phallang lebese le mahe a dinotshi. Ba ile ba fihla naheng ena, ba e hapa, empa ha ba a ka ba hlompha lentswe la hao, leha e le ho tsamaya ho ya ka molao wa hao. Ha ba a ka ba etsa letho la tsohle tseo o neng o ba laetse hore ba di etse; ka baka lena, o entse hore bobe bona bohle bo ba wele hodimo. “Bonang, ho se ho hahilwe marako a etsetsang motse ona thibella, hore o tle o haptjwe. Ho se ho neelanwe ka motse ona matsohong a Bakalatiya ba o futuhetseng, mme ka baka la sabole sekoboto le lefu la sewa, o tla wela matsohong a bona. Seo o ileng wa se bolela se phethahetse, mme le wena o a se bona. Empa wena Morena Modimo, o itse ho nna: Ithekele tshimo ena ka tjhelete, o bitse le dipaki, feela ke mona ho neelanwe ka motse ona matsohong a Bakalatiya.” Jwale lentswe la Morena la fihla ho Jeremia, la re: “Bona mona, ke nna Morena Modimo wa batho bohle; na ho teng se ka ntshitang? Ka lebaka lena, Morena o bua tjena: Ke tla neelana ka motse ona matsohong a Bakalatiya, le matsohong a Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, mme o tla o hapa. Bakalatiya ba futuhetseng motse ona, ba tla fihla ba o tjhese ka mollo, hammoho le matlo ao beng ba wona ba nkgalefisitseng ka ho tjhesetsa Baale mokubetso hodima marulelo a matlo ao a bona, le ka ho etsetsa medimo esele nyehelo ya dino. “Bana ba Iseraele le bana ba Juda ba entse bobe feela mahlong a ka ho tloha botjheng ba bona. Bana ba Iseraele ba nkgalefisitse ka mosebetsi wa matsoho a bona,” ho rialo Morena. “Ho tloha mohla ba hahang motse ona ho fihlela kajeno, haesale motse ona o mphephetsa hore ke halefe, ke lolome ke bohale, mme jwale ke rerile ho o timetsa; ka baka la bokgopo ba bana ba Iseraele le ba bana ba Juda, boo ba bo entseng hore ba nkgalefise, bona le dikgosi tsa bona, le babusi ba bona, le baprista ba bona, le baporofeta ba bona, le banna ba Juda le baahi ba Jerusalema. Ba mphuraletse, fahleho tsa bona ha di a sheba ka ho nna. Le hoja ke nnile ka ba ruta ka makgetlokgetlo, ha ba a ka ba mamela ditaelo tsa ka. Ba ile ba bea medimo ya bona e nyonyehang ka Tempeleng e bitswang ka lebitso la ka, mme ba e silafatsa. Hape ba ile ba hahela Baale dibaka tsa borapedi ka Kgohlong ya Mora wa Hinome, moo ba tla etsetsa Moloke sehlabelo sa setjheso ka bara le baradi ba bona, e leng ntho eo ke sa kang ka ba laela yona, kapa hona ho e nahana, ya ho etsa manyala ana, hore Bajuda ba etse sebe. “Ka baka lena, Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena ka motse ona, oo ha o bua ka wona o reng: Motse ona o tla newa kgosi ya Babilona ka sabole, le ka sekoboto, le ka lefu la sewa. Empa bona, ke tla phutha setjhaba sena dinaheng tsohle tseo ke neng ke se lelekele ho tsona, ha ke ne ke halefile, ke loloma ke bohale, kgalefo ya ka e tlokoma. Ke tla se kgutlisetsa hape sebakeng sena, ke etse hore se phele ho sona ka kgotso. E tla ba setjhaba sa ka, nna ke be Modimo wa sona. Ke tla se nea pelo e leng nngwe le sepheo se le seng, hore se tle se ntshabe kamehla yohle, mme sona, mmoho le ditloholo tsa sona, se fumane tse molemo. Ke tla etsa selekane sa kamehla yohle le setjhaba sena, e leng selekane sa hore ha nka ke ka kgaotsa ho se etsetsa tse molemo. Ke tla etsa hore se ntshabe ka dipelo tsa sona tsohle, e le hore se se hlole se mphuralla. Ke tla thabiswa ke ho se etsetsa tse molemo. Ke tla se tsitsisa naheng ena ka pelo ya ka yohle le ka moya wa ka wohle. “Morena o bua tjena: Jwalokaha ke ile ka dihela setjhaba sena koduwa ena yohle, ka mokgwa o jwalo ke tla se tlisetsa tsohle tse molemo, tseo ke se tshepisitseng tsona. Naheng ena eo lona le reng ke nanaola, ha ho na batho kapa diphoofolo, ho se ho neelanwe ka yona matsohong a Bakalatiya, ho tla rekwa masimo. Batho ba tla reka masimo ka tjhelete, ho ngolwe ho be ho tiiswe mangolo a theko, ho bitswe dipaki tse tswang naheng ya Benjamine le dibakeng tse haufi le Jerusalema, le metseng ya Juda, le metseng e dithabeng, le metseng e ka dikgohlong, le metseng e ka Borwa. Ke tla etsa hore bathopuwa ba kgutle, ho rialo Morena.” Lentswe la Morena la boela la fihla ho Jeremia kgetlo la bobedi, ha a ntse a kwaletswe ka lebaleng la tjhankana, la re: “Morena ya entseng lefatshe, ya le bopileng a ba a le tsitsisa, eo lebitso la hae e leng Morena, o bua tjena: Ipiletse ho nna, mme ke tla o araba, ke o bolelle dintho tse kgolo, tse matla, tseo wena o sa di tsebeng. Modimo wa Iseraele o bua tjena ka matlo a motse ona, le ka matlo a dikgosi tsa Juda, a tla heletswa hore ho hahwe lerako le thibelang ba futuhetseng motse ona ka disabole, e leng Bakalatiya. Empa matlo ao a tla tlala ditopo tsa banna, bao ke tla ba bolaya ha kgalefo ya ka e tlokoma, ke loloma ke bohale, hobane motse ona ke o patetse sefahleho sa ka, ka baka la bokgopo ba bona bohle. “Leha ho le jwalo ke tla tlisetsa motse ona bophelo le pheko. Ke tla fodisa setjhaba sa ka, ke etse hore se phele ka kgotso le ka boiketlo. Ke tla etsa hore bathopuwa ba Juda le bathopuwa ba Jerusalema ba kgutle, ke ba tsitsise jwaloka pele. Ke tla hlakola makgopo wohle a bona, ao ba ntshitetsweng ka wona, ke ba tshwarele dibe tsohle tseo ba di entseng, mme ba ntshitelwa ka tsona. Lebitso la motse ona le tla nthabisa, e be thoriso le tlotla ho ditjhaba tsohle tsa lefatshe, tse tlang ho utlwela tsohle tse molemo, tseo ke di etseditseng motse ona. Ditjhaba tseo di tla tshaba, di thothomele ka baka la tsohle tse molemo, le ka baka la nala yohle, e leng tseo ke di etseditseng motse ona. “Morena o bua tjena: Naheng ena eo lona le reng: Ke nanaola, ha ho na batho, ha ho na diphoofolo ho yona, le metseng ya Juda le diterateng tsa Jerusalema, tseo e leng dithako, moo ho seng batho kapa baahi, leha e le tsona diphoofolo, ho tla boela ho utlwahala mehoo ya thabo le ya nyakallo, le lentswe la monyadi le lentswe la monyaduwa, le mantswe a binang, ha ba tlisa nyehelo tsa teboho ka Tempeleng ya Morena, ba re: “ Lebohang Morena wa mabotho, hobane Morena o lokile, mohau wa hae ke wa kamehla yohle, “hobane ke tla kgutlisa bathopuwa ba naha ena, mme ba tla ba jwaloka pele, ho rialo Morena. “Morena wa mabotho a bua tjena: Naheng ena eo e leng nanaola, e se nang batho leha e le diphoofolo, le metseng yohle ya yona, ho tla boela ho eba le metebo, moo badisa ba tla bothisa mehlape ya bona teng. Metseng e dithabeng, le metseng e dikgohlong, le metseng e ka Borwa, le naheng ya Benjamine, le metseng e mathokong a Jerusalema, le metseng ya Juda, badisa ba sa tla boela ba bala mehlape ya bona,” ho rialo Morena. “Bonang, matsatsi a a tla, ao ka wona ke tla phethahatsa ditshepiso tse molemo, tseo ke di etseditseng ba ntlo ya Iseraele le ba ntlo ya Juda,” ho rialo Morena. “Matsatsing ao le nakong eo, ke tla etsa hore Lekala la ho loka le hlome mothapong wa Davida, mme Lekala leo le tla ahlola ka toka le ka nepo lefatsheng. Matsatsing ao setjhaba sa Juda se tla pholoswa, Jerusalema le yona e phele ka kgotso. Lena ke lona lebitso leo Jerusalema e tlang ho bitswa ka lona: Morena ke toka ya rona. “Morena o bua tjena: Davida a ke ke a hloka ya tla mo hlahlama bokgosing ba Iseraele, le baprista ba Balevi ba ke ke ba hloka ya tla ntshebeletsa ka ho nketsetsa nyehelo ya setjheso le nyehelo ya dijo, le ho nketsetsa mahlabelo kamehla.” Lentswe la Morena la fihla ho Jeremia, la re: “Morena o bua tjena: Ha o ka wa senya selekane seo ke se entseng le letsatsi, kapa wa senya selekane seo ke se entseng le bosiu, hore letsatsi le bosiu di se hlole di eba teng ka nako ya tsona, le selekane seo ke se entseng le Davida, mohlanka wa ka, le selekane seo ke se entseng le baprista ba Balevi ba ntshebeletsang, se ka senngwa, le Davida a ka hloka mohlahlami setulong sa hae sa bokgosi. Jwalokaha dinaledi tsa lehodimo di ke ke tsa balwa, le lehlabathe la lewatle le ke ke la balwa, ka mokgwa o jwalo ke tla atisa ditloholo tsa Davida, mohlanka wa ka, ke atise le palo ya Balevi ba ntshebeletsang.” Lentswe la Morena la boela la fihla ho Jeremia, la re: “Na ha o eso lemohe seo batho baa ba se buileng, ba re: Morena o boetse o lahlile malapa a mabedi ao a neng a a kgethile e leng Iseraele le Juda? Ka baka leo, ba nyedisitse setjhaba sa ka, hore ba se hlole ba se tadima e le setjhaba. Morena o bua tjena: Haeba ke ne ke sa etsa selekane le letsatsi, ke sa etsa selekane le bosiu, eba ke ne ke sa etsa melao e busang lehodimo le lefatshe, ke ne ke tla lahla ditloholo tsa Jakobo le tsa Davida, mohlanka wa ka, mme ke ne ke sa tlo kgetha e mong wa bara ba hae ho busa ditloholo tsa Aborahama le tsa Isaka le tsa Jakobo. Ke tla kgutlisa bathopuwa bothopuweng ba bona, ke boele ke ba hauhele.” Nakong eo Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, a neng a futuhetse Jerusalema le metse yohle e e potapotileng, a ena le mabotho wohle a hae le mebuso yohle ya lefatshe e neng e le tlasa puso ya hae, le ditjhaba tsohle, lentswe le tswang ho Morena le ile la fihla ho Jeremia, la re: “Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena: Tsamaya o yo bua le Sedekiya, kgosi ya Juda, o mmolelle, o re: Morena o bua tjena: Bona, ke tla neelana ka motse ona matsohong a kgosi ya Babilona, mme e tla o tjhesa ka mollo. Ha o ka ke wa phonyoha matsohong a yona; o tla fela o thopuwe, o bewe matsohong a yona. Kgosi eo ya Babilona o tla e bona ka mahlo a hao, o buisane le yona le tadimane, ebe jwale o iswa Babilona. “ Empa wena Sedekiya, kgosi ya Juda, mamela lentswe la Morena. Morena o bua ho wena: Ha o ka ke wa bolawa ka sabole, empa o tla itjhwella ka kgotso. Jwalokaha setjhaba se ne se besetse bo-ntataomoholo, e leng dikgosi tsa boholoholo tse bileng teng pele ho wena, mollo wa bofifi, le wena se tla o besetsa mollo o jwalo, se o llele, se re: “Oho, morena wa rona!” Ke nna ya buang jwalo, ho rialo Morena. ” Yaba moporofeta Jeremia o bua mantswe ana wohle ho Sedekiya, kgosi ya Juda, a le Jerusalema. E ne e le ka nako eo mabotho a kgosi ya Babilona a neng a futuhetse Jerusalema le metse ya Juda e neng e setse, e leng Lakishe le Aseka, kaha hara metse e haheleditsweng ya Juda, e ne e le yona feela e sa setseng. Lena ke lentswe le ileng la fihla ho Jeremia le etswa ho Morena, kamora hoba kgosi Sedekiya a etse selekane le setjhaba sohle se neng se le Jerusalema, e leng selekane sa hore ho phatlalletswe makgoba tokoloho. Eka kgona motho ka mong a lokolle lekgoba la hae le lekgabunyane la hae, leo e leng Moheberu, e le hore ho se be le ya mong ya ka sebeletswang ke lekgoba la Mojuda eo e leng ngwanabo. Ha mahosana wohle le batho bohle ba neng ba entse selekane, ba utlwa hore motho ka mong eka kgona a lokolle lekgoba la hae le lekgabunyane la hae, hore a se hlole a ba sebeletsa, ba a lokolla. Empa hamorao ba kweneha, ba etsa hore makgoba le makgabunyane a neng a se a lokolotswe, a kgutle, e be makgoba le makgabunyane hape. Ka baka leo, lentswe le tswang ho Morena la fihla ho Jeremia, la re: “Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena: Ke ne ke etse selekane le bo-ntata lona moholo mohla ke neng ke ba ntsha naheng ya Egepeta, bokgobeng, ka re: Ha dilemo tse supileng di fetile, motho ka mong o lokela ho lokolla ngwanabo wa Moheberu, eo a mo rekiseditsweng. O tlo mo lokolle ha a o sebeleditse ka dilemo tse tsheletseng, empa bo-ntata lona moholo ha ba a ka ba mmamela, leha e le hona ho sekeha ditsebe tsa bona. Lona le ile la sokoloha, la etsa ho lokileng mahlong a ka ha motho ka mong a ne a phatlalletsa mohahabo tokoloho. Hape le ne le entse selekane moo ke leng teng, kahare ho Tempele e bitswang ka lebitso la ka. Empa le ile la kweneha, la silafatsa lebitso la ka, motho ka mong a kgutlisetsa lekgoba la hae le lekgabunyane la hae bokgobeng boo le neng le se le lokolotswe ho bona, hore e boele e be makgoba le makgabunyane a lona. “Ka baka leo, Morena o bua tjena: Ha le a ka la mamela ha ke re motho ka mong a lokolle ngwanabo le ya ahelaneng le yena, ho rialo Morena. Bonang mona he, le lona ke le phatlalletsa tokoloho, e leng tokoloho ya ho bolawa ka sabole, ya ho bolawa ke lefu la sewa, le ya ho bolawa ke sekoboto. Ke tla etsa hore mebuso yohle ya lefatshe e le nyonye. Batho ba sentseng selekane sa ka, ba sa kang ba phetha dipallo tsa selekane seo ba neng ba se etse moo ke leng teng, ke tla ba etsisa namane eo ba neng ba e kgekgethe, ba feta pakeng tsa mekgekgetho ya yona. Ba ileng ba feta pakeng tsa mekgekgetho ya namane, ke mahosana a Juda le mahosana a Jerusalema, le matona, le baprista, le setjhaba sohle sa naha ena. Ruri ke tla neelana ka bona matsohong a dira tsa bona, le matsohong a ba batlang ho ba bolaya. Ditopo tsa bona di tla jewa ke matlaka le dibatana tsa naha. “Ke tla neelana ka Sedekiya, kgosi ya Juda, le mahosana a hae, matsohong a dira tsa bona le matsohong a ba batlang ho ba bolaya, e leng matsohong a bahlabani ba kgosi ya Babilona ba ileng ba kokotoloha, ba kgutlela hae. Bonang, ho rialo Morena, ke tla ba laela, ke be ke etse hore ba kgutlele motseng ona. Ba tla o futuhela, ba o hape, ba be ba o tjhese ka mollo. Ke tla etsa hore metse ya Juda e be lehwatata le se nang baahi.” Mehleng ya Jehoyakime, mora wa Josiya, kgosi ya Juda, lentswe le tswang ho Morena le ile la fihla ho Jeremia, la re: “Tsamaya o yo bua le morabe wa Barekabe, ebe o ba tlisa ka Tempeleng ya Morena, o ba kenya ka ho e nngwe ya dikamore, o ba fa veine hore ba e nwe.” Yaba ke nka Jaasaneya, mora wa Jeremia, setloholo sa Habasiniya le bana babo, le bara ba hae bohle, le morabe wohle wa Barekabe. Ka ba tlisa ka Tempeleng ya Morena, ka ba kenya ka kamoreng ya bara ba Hanane, mora wa Jigedaleya, moporofeta wa Modimo ya neng a le haufi le kamore ya mahosana, e neng e le kahodimo ho kamore ya Maasiya, mora wa Shalome, eo e neng e le molebedi wa monyako. Yaba ke bea kapele ho ba morabe wa Barekabe dinkgo tse tletseng veine, ka bea le mehope, ka re ho bona: “Nwaang veine ke ena.” Empa bona ba re: “Re ke ke ra nwa veine, hobane ntata rona moholo Jonadabe, mora wa Rekabe, o ne a re laele, a re: Lona le bana ba lona le se ke la nwa veine le ka mohla! Le se ke la haha le matlo, kapa la jala peo, kapa la lema dirapa tsa morara, kapa la ba le e nngwe ya dintho tsena, empa ka matsatsi wohle a bophelo ba lona le iphelele ditenteng, hore le tle le phele halelele naheng eo le e jakileng. Kahoo re hlomphile taelo eo ya ntata rona moholo Jonadabe, mora wa Rekabe, dinthong tsohle tseo a re laetseng tsona, e leng ho se nwe veine ka matsatsi wohle a ho phela ha rona, rona le basadi ba rona, le bara ba rona, le baradi ba rona. Ha re eso ikgahele matlo ao re phelang ho wona; ha re na dirapa tsa morara kapa masimo leha e le yona peo. Haesale re iphelela ditenteng, re hlompha, mme re phetha tsohle tseo ntata rona moholo Jonadabe a neng a re laele tsona. Empa ya na yare mohla Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, a futuhelang naha ena, ra re: A re tsamayeng, re ikeleng Jerusalema, re baleheng mabotho a Bakalatiya le a Baarame. Ke ka lebaka lena re phelang mona Jerusalema.” Yaba lentswe la Morena le fihla ho Jeremia, le re: “Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: Tsamaya o yo botsa banna ba morabe wa Juda, le baahi ba Jerusalema, o re: Na le hana ho amohela ditaelo tsa ka le ho mamela mantswe a ka? ho rialo Morena. Ditaelo tsa Jonadabe, mora wa Rekabe, ha a ne a laela bara ba hae hore ba se ke ba nwa veine, di phethilwe. Ho fihlela kajeno lena ha ba nwe veine, ba hlompha taelo ya ntata bona moholo. Le hoja nna ke buile le lona ka makgetlokgetlo, ha le a ka la mmamela. Hape, ka makgetlokgetlo, ke le rometse bahlanka ba ka bohle, e leng baporofeta, ka re ba re ho lona: “Motho ka mong a ke a kgutle tseleng ya hae e kgopo, le fetole mekgwa ya lona, le se ke la latela medimo esele, la e sebeletsa, mme le tla phela naheng eo ke e neileng lona le bo-ntata lona.” Empa ha le a ka la sekeha ditsebe tsa lona, leha e le ho mmamela. Ditloholo tsa Jonadabe, mora wa Rekabe, tsona di phethile ditaelo tseo moholoholo wa tsona a neng a di laele tsona, empa setjhaba sena sona ha se a ka sa mmamela. “Ka baka leo, Morena Modimo wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: Bonang mona, ke tla dihela morabe wa Juda le baahi bohle ba Jerusalema koduwa eo ke ba boleletseng hore ke tla e dihela hodima bona, hobane ke buile le bona, empa ha ba a ka ba mamela; ke ba bitsitse, empa ha ba a ka ba arabela. ” Yaba Jeremia o re ho ba morabe wa Barekabe: “Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: Kahobane le hlomphile molao wa ntata lona moholo Jonadabe, la boloka ditaelo tsohle tsa hae, la etsa tsohle ho ya kamoo a le laetseng tsona kateng, Jonadabe, mora wa Rekabe, ha a ka ke a hloka setloholo se tla ntshebeletsa, ho rialo Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele.” Ka selemo sa bone sa puso ya Jehoyakime, mora wa Josiya, kgosi ya Juda, lentswe lena le tswang ho Morena la fihla ho Jeremia, la re: “Nka buka, o ngole ho yona mantswe wohle ao ke a buileng ho wena ka Iseraele le Juda le ditjhaba tsohle, ho tloha mohla ke neng ke bua le wena, mehleng ya Josiya, ho fihlela kajeno lena. Mohlomong ba morabe wa Juda ba tla utlwa dikoduwa tsohle tseo ke rerileng ho ba dihela tsona, mme motho ka mong a bake mekgweng ya hae e mebe, ebe ke ba tshwarela bokgopo ba bona le sebe sa bona.” Yaba Jeremia o bitsa Baruke, mora wa Neriya. Baruke a ngola mantswe wohle a tswang molomong wa Jeremia, ao Morena a neng a a buile ho yena, a a ngola bukeng. Jeremia a bolella Baruke, a re: “Nna ke thibetswe, nke ke ka ya ka Tempeleng ya Morena; ka baka leo, wena tsamaya, o yo bala ditaba tseo o di ngotseng bukeng di etswa molomong wa ka, e leng mantswe a Morena; o di balle ka Tempeleng ya Morena, moo setjhaba se ntseng se utlwa, mohla letsatsi la ho itima dijo. O be o di balle le bohle ba morabe wa Juda ba tswang metseng ya bona. Mohlomong ba tla ithapella ho Morena, mme motho ka mong a kgutle tseleng ya hae e kgopo, hobane kgalefo eo Morena a halefetseng setjhaba sena ka yona e kgolo.” Yaba Baruke, mora wa Neriya, o phetha tsohle tseo moporofeta Jeremia a mo laetseng tsona, a bala mantswe a Morena bukeng, a le ka Tempeleng ya Morena. Ka kgwedi ya borobong ya selemo sa bohlano sa puso ya Jehoyakime, mora wa Josiya, kgosi ya Juda, ha phatlalletswa setjhaba sohle sa Jerusalema, le setjhaba sohle se tlileng Jerusalema se etswa metseng ya Juda, letsatsi la ho itima dijo moo Morena a leng teng. Yaba Baruke o bala mantswe a Jeremia bukeng eo, yena a le ka Tempeleng ya Morena, ka kamoreng ya Gemariya, mora wa Shafane, eo e neng e le mongodi wa puso. Kamore ena e ne e le lebaleng le kahodimo, kgorong ya Monyako o Motjha wa Tempele ya Morena. A a bala moo setjhaba sohle se ntseng se utlwa. Yare hoba Mmikiya, mora wa Gemariya, setloholo sa Shafane, a utlwe mantswe wohle a Morena a tswang bukeng, a theohela tlung ya kgosi, a kena ka kamoreng ya mongodi wa puso. Ka teng a fumana mahosana wohle a dutse, e leng: Eleshama, eo e neng e le mongodi wa puso, le Delaya, mora wa Shemaya, le Elenathane, mora wa Akabore, le Gemariya, mora wa Shafane, le Sedekiya, mora wa Hananiya, le mahosana a mang wohle. Yaba Mmikiya o ba bolella mantswe wohle ao a a utlwileng a balwa ke Baruke bukeng, moo setjhaba sohle se ntseng se utlwa. Ka baka leo, mahosana wohle a roma Jehudi, mora wa Netaniya, setloholo sa Shelemiya, setloholwana sa Kushi, ho Baruke, a re: “Nka buka eo o ileng wa e balla setjhaba, o tle le yona kwano.” Yaba Baruke, mora wa Neriya, o nka buka, o ya ho mahosana. Mahosana a re ho yena: “Dula fatshe, o re balle buka, re utlwe.” Baruke a a balla yona. Yare hoba mahosana a utlwe mantswe ao wohle, a shebana a tshohile haholo, a re: “Ruri re tla tsebisa kgosi ditaba tsena tsohle!” Mahosana a botsa Baruke, a re: “Ako re bolelle: Mantswe aa ao o a ngotseng a tswa kae? Na a tswa molomong wa Jeremia?” Baruke a araba mahosana, a re: “Jeremia o ile a bua mantswe ana wohle ho nna, yaba nna ke a ngola bukeng ena ka enke.” Yaba mahosana a re ho Baruke: “Wena le Jeremia tsamayang le yo ipata, ho se be motho ya tsebang moo le leng teng!” Mahosana a bea buka ka kamoreng ya Eleshama, eo e neng e le mongodi wa puso, a nto ya ho kgosi ka lapeng, a e bolella mantswe wohle a buka moo e ntseng e utlwa. Kgosi ya roma Jehudi ho ya lata buka, mme a e nka ka kamoreng ya Eleshama, mongodi wa puso. Jehudi a e balla kgosi le mahosana a neng a ena le kgosi. E ne e le ka kgwedi ya borobong, mme kgosi e dutse ka kamoreng eo e dulang ka ho yona mariha, e orile mollo. E ne e ye e re ha Jehudi a badile maqephe a mararo kapa a mane, kgosi e a sehe ka thipa, e a lahlele mollong o ntseng o tuka ifo, ho fihlela buka yohle e etjha lore! mollong oo o ntseng o tuka ifo. Empa mahosana ha a a ka a tshoha, kapa a hahola diaparo tsa wona; esita le yona kgosi kapa e mong feela wa bahlanka ba yona ba ileng ba utlwa mantswe ana wohle. Elenathane le Delaya le Gemariya ba ne ba ile ba rapela kgosi hore e se ke ya tjhesa buka, empa kgosi ya se ke ya ba mamela. Yaba kgosi e laela kgosana Jerahameele, le Seraya, mora wa Aseriele, le Shelemiya, mora wa Abedele, hore ba tshware Baruke, eo e neng e le mongodi, le moporofeta Jeremia, empa Morena a ba pata. Hoba kgosi e tjhese buka le mantswe wohle ao Baruke a neng a a ngotse a etswa molomong wa Jeremia, lentswe la Morena la fihla ho Jeremia, la re: “Nka buka e nngwe hape, mme ho yona o ngole mantswe wohle a neng a ngotswe bukeng ya pele eo Jehoyakime, kgosi ya Juda, a ileng a e tjhesa. O be o bolelle Jehoyakime, kgosi ya Juda, o re: Morena o bua tjena: O ile wa tjhesa buka ena, wa re: Ke ka baka lang ha o ngotse bukeng ee, wa re: Ruri kgosi ya Babilona e tla tla e timetsa naha ena, mme e fedise batho le diphoofolo?>*** Ka baka leo, Morena o bua tjena ka Jehoyakime, kgosi ya Juda: Jehoyakime ha a na ho ba le mora ya tla dula teroneng ya Davida; setopo sa hae se tla lahlelwa ntle, motsheare se tjheswe ke lebatama la letsatsi, bosiu se lalwe ke serame. Yena le bana ba hae le bahlanka ba hae ke tla ba otlela bokgopo ba bona. Bona le baahi ba Jerusalema le baahi ba Juda, ke tla ba dihela koduwa eo ke ba boleletseng hore ka tla e dihela hodima bona, hobane ha ba a ka ba mmamela. ” Yaba Jeremia o nka buka e nngwe hape, o e nea Baruke, mora wa Neriya, mme Baruke, kaha e ne e le mongodi, a ngola mantswe wohle a tswang molomong wa Jeremia, a neng a le bukeng eo Jehoyakime, kgosi ya Juda, a ileng a e tjhesa mollong. Ha eketswa le mantswe a mang a mangata, a tshwanang le a pele. Kgosi Sedekiya, mora wa Josiya, a etswa kgosi ya Juda ke Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, a mo nea setulo sa Koniya, mora wa Jehoyakime. Empa Sedekiya le bahlanka ba hae, le baahi ba naha eo, ha ba a ka ba mamela mantswe a Morena, ao a a buileng ka molomo wa moporofeta Jeremia. Kgosi Sedekiya a roma Jukale, mora wa Shelemiya, le moprista Sofonea, mora wa Maasiya, ho moporofeta Jeremia, a re: “Ako re rapelle ho Morena Modimo wa rona hle!” Kaha Jeremia a ne a eso kwallwe tjhankaneng, o ne a ena le hona ho itsamaela hara setjhaba ka bolokolohi. Ka nako eo lebotho la Faro le ne le tswile Egepeta. Yare ha Bakalatiya, ba neng ba thibeletse Jerusalema, ba utlwela taba tseo, ba tloha Jerusalema. Lentswe la Morena la fihla ho moporofeta Jeremia, la re: “Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena: Le tle le bolelle kgosi ya Juda e le rommeng ho nna, le re: Bona mona, lebotho la Faro le tlileng ho tla le thusa le tla kgutlela Egepeta, naheng ya habo lona. Bakalatiya ba tla boela ba etla, ba futuhele motse ona, ba o hape, ba o tjhese ka mollo. “Kahoo Morena o bua tjena: Le se ke la ithetsa ka ho re: Ruri Bakalatiya ba tla re tlohela. Ba ke ke ba le tlohela! Leha le ne le ka bolaya lebotho lohle la Bakalatiya le le futuhetseng, mme ha sala mahlatsipa feela ka ditenteng, a ne a tla tswa ka ditenteng tsa wona, a tjhese motse ona ka mollo.” Ha lebotho la Bakalatiya le se le tlohile Jerusalema ka lebaka la ho tshaba lebotho la Faro, Jeremia o ile a tloha Jerusalema, a ya naheng ya Benjamine, ho ya fumana lefa la hae hara setjhaba sa habo. Eitse ha a fihla Monyako wa Benjamine a fumana molaodi wa balebedi moo, eo lebitso la hae e neng e le Jiriya, mora wa Shelemiya, setloholo sa Hananiya. Yaba Jiriya o tshwara moporofeta Jeremia, o re: “Wena o ilo ineela ho Bakalatiya!” Jeremia a re: “O leshano! Ha ke yo ineela ho Bakalatiya!” Empa Jiriya a se ke a mo mamela, a mo tshwara, a mo isa ho babusi. Yaba babusi ba halefela Jeremia haholo, ba a mo shapa, ba mo kenya tjhankaneng, ka tlung ya Jonathane, eo e neng e le mongodi wa puso, e leng ntlo eo ba neng ba e fetotse tjhankana. Jeremia a lahlelwa ka tjhankaneng e lefifi e katlasa ntlo, mme a hlola teng nako e telele. Yaba kgosi Sedekiya o laela hore Jeremia a ntshwe ka tjhankaneng, a tliswe tlung ya bokgosi, mme a mmotsa ka lekunutu, a re: “Na o na le molaetsa o tswang ho Morena?” Jeremia a araba, a re: “E, o teng. Morena o itse ho tla neelanwa ka wena matsohong a kgosi ya Babilona.” Jeremia a tswela pele, a re ho kgosi Sedekiya: “Wena kapa bahlanka ba hao, kapa setjhaba see, ke le sitetswe ka eng ha e le moo le nkentse tjhankaneng tjee? Ba kae jwale baporofeta ba hao, ba ileng ba o porofetela, ba re: Kgosi ya Babilona ha e ka ke ya o futuhela, kapa ya futuhela naha ena?>*** Kahoo ako mamele, ke a o rapela hle, mong ka, kgosi ya ka, ako amohele thapedi ya ka: Se hlole o nkgutlisetsa tlung ya Jonathane, eo e leng mongodi, esere ka ya shwela teng.” Yaba kgosi Sedekiya o laela hore ba boloke Jeremia lebaleng la tjhankana, le hore ka tsatsi le leng le le leng a fuwe sengwathwana sa bohobe bo tswang ho ba phehang bohobe, ho fihlela bohobe bo fela motseng moo. Yaba Jeremia o dula moo lebaleng la tjhankana. Bo-Shefatiya, mora wa Matane, le Gedaleya, mora wa Pashahure, le Jukale, mora wa Shelemiya, le Pashahure, mora wa Malakiya, ba utlwa mantswe ao Jeremia a ileng a a bua ho setjhaba sohle, a re: “Morena o bua tjena: Ya tla sala motseng ona o tla bolawa ka sabole, a bolawe ke sekoboto le ke lefu la sewa. Empa ya tla ineela ho Bakalatiya yena o tla phela; bophelo ba hae e tla ba wona moputso wa hae, mme o tla phela. Morena o bua tjena: Ruri motse ona ho tla neelanwa ka wona matsohong a mabotho a kgosi ya Babilona, mme a tla o hapa. ” Ka baka leo, mahosana a re ho kgosi: “Re kopa hore monna enwa a bolawe, hobane o nyahamisa dipelo tsa bahlabani ba setseng motseng ona, le dipelo tsa setjhaba ka ho bua dipuo tse kang tsena. Monna enwa ha a lakaletse setjhaba sena boiketlo, o se lakaletsa bobe.” Kgosi Sedekiya a re: “Ke eo, o matsohong a lona. Ha ho letho leo nna nka le etsang haeba lona le sa rate.” Yaba ba nka Jeremia, ba mo akgela ka mokoting a tjhekilweng ke Malakiya, mora wa kgosi, o neng o le lebaleng la tjhankana, ba mo theolela ka mokoting ka mehala. Ho ne ho se metsi ka mokoting, haese seretse feela. Yaba Jeremia o tetebela seretseng. Ha Ebede-Meleke wa Mokushe, eo e neng e le mohlanka ya sebetsang ka tlung ya kgosi, a utlwa hore ba dihetse Jeremia ka mokoting, ka nako eo kgosi e ne e dutse Monyako wa Benjamine, Ebede-Meleke a tswa ka tlung ya kgosi, a buisana le kgosi, a re: “Monga ka, kgosi ya ka, banna bana ba etseditse moporofeta Jeremia bokgopo ka ho mo lahlela ka mokoting; a ka nna a shwela kamoo ka mokoting ke tlala, hobane ha ho sa na dijo motseng mona.” Yaba kgosi e laela Ebede-Meleke wa Mokushe, e re: “Nka banna ba mashome a mararo le yo ntsha moporofeta Jeremia ka mokoting a eso ka a eshwa.” Ebede-Meleke a nka banna bao, a ya le bona ka kamoreng eo ho bolokwang diphahlo tsa kgosi ka ho yona. A fihla a ntsha diaparo tsa kgale tse seng di tabohile, a di theolela ka mehala ho Jeremia, ka mokoting. Ebede-Meleke wa Mokushe a re ho Jeremia: “Nka diaparo tsena, o di kenye ka mahafing, o tlo se ka sehlwa ke mehala.” Jeremia a etsa jwalo. Yaba ba hula Jeremia ka mehala, ba mo nyolla ka mokoting. Jeremia a boela a dula lebaleng la tjhankana hape. Kgosi Sedekiya, a eme monyakong wa boraro wa ntlo ya kgosi, a laela hore a bitsetswe Jeremia. Kgosi ya re ho Jeremia: “Ho na le seo ke ratang ho o botsa sona; o mpolelle tsohle, o sa mpatele letho.” Yaba Jeremia o re ho Sedekiya: “Na ha ke o bolella tsohle, ha o na ho mpolaya? Na ha ke o eletsa o tla mmamela?” Kgosi Sedekiya a hlapanyetsa Jeremia ka lekunutu, a re: “Ka Morena ya phelang, ya re neileng bophelo, nke ke ka o bolaya kapa ka neelana ka wena matsohong a banna bana ba batlang ho o bolaya.” Yaba Jeremia o re ho Sedekiya: “Morena Modimo wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: Ha o ka fela wa ya ineela ho mahosana a kgosi ya Babilona, o tla phela, le motse ona ha o na ho tjheswa ka mollo. Wena le ba ntlo ya hao le tla phela. Empa haeba o sa ineele ho mahosana a kgosi ya Babilona, ho tla neelanwa ka motse ona matsohong a Bakalatiya, mme ba tla o tjhesa ka mollo. Wena o ke ke wa phonyoha matsohong a bona. ” Kgosi Sedekiya a re ho Jeremia: “Ke tshaba Bajuda ba neng be ineele ho Bakalatiya, esere mohlomong Bakalatiya ba neelana ka nna matsohong a Bajuda bao hore ba ntlhokofatse.” Jeremia a re ho kgosi: “Ba ke ke ba neelana ka wena. Ke a o kopa hle: Hlompha lentswe la Morena, leo ke o bolellang lona, e le hore o tle o atlehe, mme o phele. Empa haeba o hana ho ineela ho kgosi ya Babilona, Morena o ntshenoletse tsena: Basadi bohle ba setseng ka tlung ya kgosi ya Juda ba tla tliswa ho mahosana a kgosi ya Babilona; basadi bao ba tla re ho wena: “ Metswalle ya hao eo kgelositse ya ba ya o hlola, metswalle ya hao eo e ne le letshepa la hao; maoto a hao a qahilwe tebetebeng, metswalle ya hao e o lahlile. “Basadi ba hao bohle le bana ba hao, ba tla newa Bakalatiya. Wena ha o ka ke wa phonyoha matsohong a bona, o tla thopuwa ke kgosi ya Babilona, Ke baka la hao motse ona o tla tjheswa ka mollo.” Yaba Sedekiya o re ho Jeremia: “O se ke wa tsebisa motho le ya mong mantswe ana, e le hore o tle o se ke wa bolawa. Empa haeba mahosana a ka utlwela hore re ile ra buisana le wena, mme a re ho wena: Re bolelle seo o neng o se bua le kgosi, o sa pate letho, re tle re se ke ra o bolaya; o re bolelle le seo kgosi e se buileng ho wena, wena o tle o re ho wona: Ke ile ka bea thapedi ya ka kapele ho kgosi, hore e se ke ya mpusetsa tlung ya Jonathane ho ya shwela teng. ” Yaba mahosana wohle a fihla ho Jeremia, a a mmotsa, mme Jeremia a a araba ho ya kamoo kgosi e mmoleletseng kateng. Mahosana a kgutsa, kahobane ho ne ho se ya ileng a utlwa seo Jeremia a se buileng le kgosi. Jeremia a dula ka lebaleng la tjhankana ho fihlela ka letsatsi leo Jerusalema e ileng ya hapuwa ka lona. Le yena Jeremia o ne a le teng ha Jerusalema e hapuwa. Ka kgwedi ya leshome ya selemo sa borobong sa puso ya Sedekiya, kgosi ya Juda, Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, a futuhela Jerusalema ka mabotho a hae wohle, a e etsetsa thibella. Ka letsatsi la borobong la kgwedi ya bone, ya selemo sa leshome le motso o mong sa puso ya Sedekiya, marako a motse a heletswa. Mahosana wohle a kgosi ya Babilona a fihla a dula Monyakong o Bohareng, e leng bo-Neregale-Sharesere ya tswang Samogare, le Nebo-Sare-Sekime, molaodi e moholo, le Neregale-Sharesere, e leng molaodi wa sehlooho, le mahosana wohle a kgosi ya Babilona. Yare ha Sedekiya, kgosi ya Juda, le bahlabani bohle ba ba bona, ba baleha; ba tswa motseng bosiu, ka kgoro e pakeng tsa marako a mabedi, e lebang tshimong ya kgosi, ba balehela lehwatateng. Empa lebotho la Bakalatiya la ba phaladisa, la tshwara Sedekiya phuleng ya Jeriko. La mo tshwara, la mo isa ho Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, a le Ribela, naheng ya Hamate, moo a ileng a mo ahlolela hona teng. Kgosi ya Babilona ya bolaya bara ba Sedekiya moo a ntseng a ba shebile, ya ba bolaela hona moo Ribela. Kgosi ya Babilona ya bolaya le mahosana wohle a Juda. Jwale ya honya mahlo a Sedekiya, ya mo tlama ka mahlaahlela a lethose, ho mo isa Babilona. Bakalatiya ba tjhesa ntlo ya kgosi le matlo wohle a setjhaba ka mollo, ba heletsa le marako a Jerusalema. Nebusaradane, molaodi wa balebedi, a thopa batho ba neng ba setse motseng, a ba isa Babilona hammoho le ba neng ba ile ba ineela ho yena, le masalla wohle a setjhaba. Empa Nebusaradane, molaodi wa balebedi, a tlohela karolo e nngwe ya mafutsana a naheng ya Juda, mme a a fa masimo a dijo le dirapa tsa morara. Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, a fana ka taelo malebana le Jeremia, a re ho Nebusaradane, molaodi wa balebedi: “Mo nkeng le mo hlokomele, le se ke la mo etsa hampe, le mpe le mo etsetse tsohle tseo a tla le kopa tsona.” Yaba bo-Nebusaradane, molaodi wa balebedi, le Nebushasebane, mookamedi wa bahlanka, le Neregale-Sharesere, mookamedi a meholo, le balaodi bohle ba kgosi ya Babilona, ba laela hore ho ntshwe Jeremia ka lebaleng la tjhankana, ba neelane ka yena ho Gedaleya, mora wa Ahikama, setloholo sa Shafane, hore a ye le yena lapeng ha hae. Jeremia a nna a phela hara setjhaba sa habo. Lentswe la Morena la fihla ho Jeremia ha a ne a ntse a kwaletswe ka lebaleng la tjhankana, la re: “Tsamaya, o yo bua le Ebede-Meleke wa Mokushe, o re ho yena: Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: Bona, ke tla phethahatsa lentswe la ka malebana le motse ona. Ke tla o dihela koduwa, e seng katleho. Tsena di tla phethahatswa moo o ntseng o bona. Empa ka lona letsatsi leo, ke tla o pholosa, ho rialo Morena. Ha ho ka ke ha neelanwa ka wena matsohong a bao o ba tshabang. Ruri ke tla o pholosa, o ke ke wa bolawa ka sabole. O tla pholoha, hobane o ntshepile, ho rialo Morena. ” Lena ke lentswe la Morena le ileng la fihla ho Jeremia, hoba Nebusaradane, mookamedi wa balebedi ba kgosi, a mo lokolle motseng wa Rama. O ne a ile a fumana Jeremia a tlanngwe ka mahlaahlela, a le hara bathopuwa bohle ba neng ba etswa Jerusalema le Juda, ba iswa bothopuweng, Babilona. Molaodi wa balebedi ba kgosi a re ho Jeremia: “Morena Modimo wa hao, ke yena ya ileng a rerela sebaka sena koduwa ena. Jwale Morena o e phethahaditse, o entse kamoo a itseng o tla etsa kateng hobane le sitetswe Morena, la se ke la mamela lentswe la hae; ka baka lena, koduwa ena e le wetse hodimo. Empa bona, kajeno ke lokolla mahlaahlela a neng a le matsohong a hao. Haeba o bona ho lokela hore o ye le nna Babilona, a re ye, mme ke tla o hlokomela haholo. Empa haeba o bona ho sa lokele ho ya le nna Babilona, le teng o ka itulela. Bona mona, o ka ikela hohle moo o ratang ho ya teng naheng ena eo o leng ho yona.” Yare Jeremia a eso ka a tsamaya, Nebusaradane a re: “Kgutlela ho Gedaleya, mora wa Ahikama, setloholo sa Shafane, ya beilweng ke kgosi ya Babilona hore e be mmusi wa metse ya Juda, o phele le yena hara setjhaba, kapa o ikele kae kapa kae moo o ratang ho ya teng.” Yaba molaodi wa balebedi ba kgosi o mo fa mofao, o mo fa le mpho, o a mo lokolla. Jeremia a ya Misepa ho Gedaleya, mora wa Ahikama, a phela le yena hara setjhaba se neng se setse naheng eo. Ha balaodi bohle ba mabotho, hammoho le bahlabani ba bona ba neng ba le naheng eo, ba utlwa hore kgosi ya Babilona e kgethile Gedaleya, mora wa Ahikama, hore e be mmusi wa naha, le hore banna, basadi, bana le mafutsana a naha eo, le bohle ba ileng ba sala naheng eo, ba beilwe tlasa hae, yaba ba tla ho Gedaleya, motseng wa Misepa, e le bo-Ishemaele, mora wa Netaniya, le Johanane le Jonathane, bara ba Karea, le Seraya, mora wa Tanehumete, le bara ba Efai ya tswang Netofa, le Jesaniya, mora wa Maaka, ba ena le bahlabani ba bona. Gedaleya, mora wa Ahikama, setloholo sa Shafane, a ba hlapanyetsa, a hlapanyetsa le bahlabani ba bona, a re: “Le se ke la tshaba ho sebeletsa Bakalatiya. Ahang naheng ena le sebeletse kgosi ya Babilona, mme le tla phela hamonate. Ha e le nna ke tla aha motseng wa Misepa, ke be molomo wa lona ho Bakalatiya ba tlang ho rona, empa lona le lokela ho ya kotula morara le ditholwana tse jewang hlabula, le ole, le e tshele dinkgong tsa lona, le iphelele metseng eo le leng ho yona jwale.” Eitse ha Bajuda bohle ba neng ba le naheng ya Moabe, le ba phelang hara Baamone le Edomo, le ba neng ba phela dinaheng tse ding tsohle, ba utlwa hore kgosi ya Babilona e siile masalla a Juda, le hore e kgethile Gedaleya, mora wa Ahikama, setloholo sa Shafane, hore e be mmusi wa bona, le bona bohle ba kgutlela ho Gedaleya, naheng ya Juda, motseng wa Misepa, ba etswa dinaheng tsohle tseo ba neng ba qhalanyeditswe ho tsona. Ba kotula morara o mongata le ditholwana tse jewang hlabula. Johanane, mora wa Karea, le balaodi bohle ba mabotho a neng a ntse a le hara naha, ba tla ho Gedaleya, motseng wa Misepa, ba re ho yena: “Na ha o tsebe hore Baalese, kgosi ya Baamone, o rometse Ishemaele, mora wa Netaniya, ho tla o bolaya?” Empa Gedaleya, mora wa Ahikama, a se ke a ba kgolwa. Yaba Johanane, mora wa Karea, o bua le Gedaleya ka lekunutu, a le motseng wa Misepa, o re: “Ntumelle ke yo bolaya Ishemaele, mora wa Netaniya, mme ha ho motho le ya mong ya tla tseba taba ena. Ke hobaneng ha a rata ho o bolaya, hore Bajuda bohle ba tlileng ho wena ba tle ba qhalane, le hore masalla wohle a Juda a bolawe?” Empa Gedaleya, mora wa Ahikama, a re ho Johanane, mora wa Karea: “O se ke wa etsa jwalo, hobane seo o se buang ka Ishemaele hase nnete.” Ka kgwedi ya bosupa Ishemaele, mora wa Netaniya, setloholo sa Eleshama, eo e neng e le wa madi a borena, e bile e le e mong wa balaodi ba kgosi, a tla ho Gedaleya, mora wa Ahikama, motseng wa Misepa, a ena le banna ba leshome. Yare moo ba ntseng ba eja ba le mmoho, Ishemaele, mora wa Netaniya, le banna ba leshome, bao a neng a ena le bona ba raoha, ba hlatha Gedaleya, mora wa Ahikama, setloholo sa Shafane, ka sabole, ba bolaya ya neng a kgethilwe ke kgosi ya Babilona hore e be mmusi wa naha eo. Ishemaele a bolaya le Bajuda bohle ba neng ba ena le Gedaleya motseng wa Misepa, hammoho le bahlabani ba Bakalatiya ba neng ba le moo. Hoba ho fete letsatsi Gedaleya a bolailwe, ho eso be le motho ya ka tsebang tsa polao eo, banna ba mashome a robedi, ba beotseng ditedu, ba hahotseng diaparo tsa bona, ba iphatsitseng, ba fihla ba etswa Shekeme, le Shilo, le Samaria, ba tliseditse Tempele ya Morena dinyehelo tsa dijo le mokubetso. Ishemaele, mora wa Netaniya, a tloha Misepa ho ya ba kgahlanyetsa, a tsamaya a ntse a lla. Ha a fihla ho bona, a re: “Tloong ho Gedaleya, mora wa Ahikama.” Ha ba fihla hara motse, Ishemaele, mora wa Netaniya, le banna bao a neng a ena le bona, ba ba bolaya, ba ba lahlela ka mokoting. Empa ba leshome ba bona ba re ho Ishemaele: “Se ke wa re bolaya, hobane re na le matlotlo ao re a patileng hara naha, e leng koro le harese, le ole le mahe a dinotshi.” Yaba o a ba tlohela, a se ke a ba bolaya ha a bolaya bana babo bona. Mokoti oo Ishemaele a ileng a lahlela ditopo tsa banna ba bolailweng hammoho le Gedaleya ka ho wona, ke oo kgosi Asa a neng a o tjheke e le karolo ya boitshireletso ba hae ntweng ya hae le Baasha, kgosi ya Iseraele. Ishemaele, mora wa Netaniya, o ile a o tlatsa ka ditopo. Yaba Ishemaele o thopa baradi ba kgosi le masalla wohle a setjhaba a neng a le Misepa, ao Nebusaradane, molaodi wa balebedi ba kgosi, a neng a a beile tlasa bodisa ba Gedaleya, mora wa Ahikama. Ishemaele, mora wa Netaniya, a a thopa, a tsamaya le wona, a tshelela mose ho Baamone. Ha Johanane, mora wa Karea, le balaodi bohle ba mabotho ba neng ba ena le yena, ba utlwela tsa bobe bo entsweng ke Ishemaele, mora wa Netaniya, ba nka bahlabani bohle ba bona, ba futuhela Ishemaele, mora wa Netaniya, ba mo fumana haufi le letsha le leholo la Gibeone. Batho bohle ba neng ba ena le Ishemaele ba thaba haholo ha ba bona Johanane, mora wa Karea, le balaodi ba mabotho ba neng ba ena le yena. Batho bohle bao Ishemaele a neng a ba thopile Misepa ba kgutlela ka ho Johanane, mora wa Karea. Ha e le Ishemaele, mora wa Netaniya, le bahlabani ba hae ba robedi, ba phonyoha matsohong a Johanane, ba balehela ho Baamone. Johanane, mora wa Karea, le balaodi bohle ba mabotho ba neng ba ena le yena, ba nka masalla a batho ba ileng ba pholoswa motseng wa Misepa, matsohong a Ishemaele, mora wa Netaniya, hoba Ishemaele a bolaye Gedaleya, mora wa Ahikama. E ne e le banna le basadi le bana le bahlanka bao a ba kgutlisitseng Gibeone. Ba tswela pele jwalo ho fihlela ba emisa Kimehame, haufi le Betlelehema, ba ntse ba le tseleng ya bona ho ya Egepeta, ba baleha Bakalatiya. Ba ne ba ba tshaba, hobane Ishemaele, mora wa Netaniya, o ne a ile a bolaya Gedaleya, mora wa Ahikama, eo kgosi ya Babilona e neng e mo kgethile hore e be mmusi wa naha eo. Yaba balaodi bohle ba mabotho le Johanane, mora wa Karea, le Jesaniya, mora wa Hoshaya, le batho bohle, ho tloha ho ya eisehang ho isa ho ya hlomphehang, ba a atamela, ba re ho moporofeta Jeremia: “Re a o kopa: Ako mamele thapedi ya rona o re rapelle ho Morena Modimo wa rona, o rapelle le masalla ana wohle, hobane jwalokaha o bona, re se re setse re se bakae, ha pele re ne re le bangata. Rapela hore Morena Modimo wa hao, a re tsebise moo re lokelang ho ya teng, le seo re lokelang ho se etsa.” Moporofeta Jeremia a re ho bona: “Ke le mametse; bonang, ke tla rapela Morena Modimo wa lona, ho ya kamoo le kopileng kateng, mme ke tla le bolella tsohle tseo Morena a tla di bua, ke sa le patele letho.” Bona ba re ho Jeremia: “Morena e be yena paki ya nnete, e tshepahalang, e tla re ahlola, haeba re ke ke ra hlompha ditaelo tsohle tseo Morena Modimo wa hao, a tlang ho di romela ho rona ka wena. Re tla mamela lentswe la Morena Modimo wa rona, eo re o romang ho yena, leha le ka ba monate kapa la ba bohloko, hore ditaba tsa rona di tle di tsamaye hantle, ha re mamela lentswe la Morena Modimo wa rona.” Yare hoba ho fete matsatsi a leshome, lentswe la Morena la fihla ho Jeremia. Yaba Jeremia o bitsa Johanane, mora wa Karea, le balaodi bohle ba mabotho ba neng ba ena le yena, le batho bohle, ho tloha ho ya eisehang ho isa ho ya hlomphehang. A re ho bona: “Morena Modimo wa Iseraele, eo le nthommeng ho yena ho ya le buella, o bua tjena: Haeba le ka nna la phela naheng ena, ke tla le bopa, ke se ke ka le qhalanya; ke tla le tsitsisa, ke se ke ka le diha, hobane ke inyatsetsa koduwa eo ke ileng ka e dihela hodima lona. Le se ke la tshaba kgosi ya Babilona, eo le e tshabang hona jwale. Le se ke la e tshaba, hobane ke na le lona, ke tla le pholosa, ke le lopolle matsohong a yona, ho rialo Morena. Ke tla le hauhela hore le yona e tle e le hauhele, e le kgutlisetse naheng ya habo lona. “Empa haeba le re: Ha re ka ke ra phela naheng ena, mme le sa mamele lentswe la Morena Modimo wa lona; eba le re: Tjhe, re tla ikela naheng ya Egepeta, moo re sa tlo hlola re bona ntwa, kapa re utlwa modumo wa lenaka, leha e le hona ho bolawa ke sekoboto, mme re tla phela moo; lona he, masalla a Juda, utlwang lentswe la Morena. Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: Haeba le fela le ikemiseditse ho ya Egepeta ho ya jaka teng, sabole eo le e tshabang e tla le fumana moo Egepeta, le sekuboto seo le se tshabang se tla le sala morao ho ya fihla moo Egepeta, mme le tla shwela hona teng. Ho tla fela ho be jwalo ho bohle ba ikemiseditseng ho ya phela Egepeta; ba tla bolawa ka sabole, ba bolawe ke sekoboto le ke lefu la sewa; ha ho le ya mong wa bona ya tla phela, kapa a pheme koduwa eo ke tla e dihela hodima bona. “Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: Jwalokaha bohale ba ka le kgalefo ya ka di ile tsa theolelwa hodima baahi ba Jerusalema, ka mokgwa o jwalo kgalefo ya ka e tla theolelwa hodima lona ha le kena Egepeta. Le tla nyediswa, le be sesomo, le rohakwe, le nyefolwe, mme le ke ke la hlola le bona sebaka sena hape. “Malebana le lona Morena o itse: Lona masalla a Juda le se ke la ya Egepeta. Tsebang hore ka letsatsi lena ke le kgalemetse, hobane ha le ne le nthoma ho Morena Modimo wa lona, le ne le etsa boikaketsi bo tla le timetsa, ha le re: Re rapelle ho Morena Modimo wa hao; o re bolelle tsohle tseo Morena Modimo wa hao, a tla di bua, mme re tla di etsa. Ka letsatsi lena ke le boleletse tsona, empa ha le a mamela lentswe la Morena Modimo wa lona, leha e le ntho efe kapa efe eo a nthommeng ho le bolella yona. Ka baka leo, tsebang hore ruri le tla bolawa ka sabole, le bolawe ke sekoboto le ke lefu la sewa, hona naheng eo le reng le ya jaka ho yona.” Hoba Jeremia a qete ho bolella setjhaba sohle mantswe wohle a Morena Modimo wa sona, mantswe wohle ao Morena Modimo wa sona, a neng a mo romme ho se bolella wona, bo-Asariya, mora wa Hoshaya, le Johanane, mora wa Karea, le banna bohle ba ikakasang, ba re ho Jeremia: “O bua leshano! Morena Modimo wa rona, ha a ya o roma hore o re: Le se ke la ya jaka Egepeta! Ke Baruke, mora wa Neriya, ya o hlohleletsang hore o neelane ka rona matsohong a Bakalatiya, ba tle ba re bolaye, kapa ba re ise Babilona, bothopuweng.” Kahoo bo-Johanane, mora wa Karea, le balaodi bohle ba mabotho, le setjhaba sohle, ba se ke ba mamela lentswe la Morena, la hore ba ahe naheng ya Juda. Empa bo-Johanane, mora wa Karea, le balaodi bohle ba mabotho, ba nka masalla wohle a Juda, a neng a kgutletse naheng ya Juda ho tla aha ho yona, a etswa ditjhabeng tsohle tseo a neng a qhalanetse ho tsona. Ba nka le banna le basadi, le bana le baradi ba kgosi, le batho bohle bao Nebusaradane, molaodi wa balebedi ba kgosi, a neng a ba siile le Gedaleya, mora wa Ahikama, setloholo sa Shafane, le moporofeta Jeremia, le Baruke, mora wa Neriya. Ba fihla naheng ya Egepeta, hobane ba ne ba sa ka ba mamela lentswe la Morena. Yaba he ba fihla Tahepanehese. Jwale lentswe le Morena la fihla ho Jeremia ha a le Tahepanehese, la re: “Nka majwe a dikakawe, o a tsetele tseleng e katilweng ka ditene, e lebang tlung ya Faro e Tahepanehese, pontsheng ya banna ba Juda, ebe o re ho bona: Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: Bonang, ke tla tlisa mohlanka wa ka Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, mme ke tla bea terone ya hae hodima majwe ana ao ke a tsetetseng; yena o tla hloma tente ya hae ya bokgosi hodima wona. Ha a fihla o tla otla naha ya Egepeta, a bolaye ba lokelang ho bolawa, a thope ba lokelang ho thopuwa, ba abetsweng sabole a ba bolaye ka sabole. Ke tla besa mollo ka ditempeleng tsa medimo ya Egepeta; Nebukadenesare o tla tjhesa ditempele tseo, a hape medimo eo a e ise bothopuweng. Jwalokaha modisa a ye a hlwekise kobo ya hae ka ho e runa dinta, le Nebukadenesare o tla hlwekisa naha ya Egepeta jwalo, ebe o tloha teng ka kgotso. O tla be a pshatle le difika tseo le di kgumamelang, tse Bete-Shemeshe, naheng ya Egepeta, ditempele tsa medimo ya Baegepeta a di tjhese ka mollo. ” Lena ke lentswe le ileng la fihla ho Jeremia malebana le Bajuda bohle ba ahileng naheng ya Egepeta, e leng ba ahileng Migedole le Tahepanehese le Nofa, naheng ya Patarose, la re: “Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: Le bone koduwa e kgolo eo ke e dihetseng hodima Jerusalema le metse yohle ya Juda. Kajeno le a bona hore e fetohile lesupi, mme ha ho motho ya ahileng ho yona. Ke ka lebaka la bokgopo boo baahi ba yona ba bo entseng, ba nkgalefisa ka ho tjhesetsa medimo esele mokubetso, le ho sebeletsa medimo eo, eo bona kapa lona kapa bo-ntata lona ba sa kang ba e tseba. Leha ho le jwalo ke nnile ka romela bahlanka ba ka bohle, e leng baporofeta, ka makgetlokgetlo, ka re: Oho, se etseng manyala ana ao ke a hloileng! Empa ha ba a ka ba mamela, leha e le ho sekeha ditsebe tsa bona, hore ba furalle bokgopo boo ba bona, ba ho tjhesetsa medimo esele mokubetso. Kahoo bohale ba ka le kgalefo ya ka di ile tsa tlokoma hara metse ya Juda le diterateng tsa Jerusalema, metse eo ya senyeha, ya fetoha masupi jwalokaha ho le jwalo le kajeno. “Ka baka leo, Morena Modimo wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: Ke ka baka lang ha le itlisetsa koduwa e kaalekaale? Ke ka baka lang ha le ipolaela banna le basadi le bana ba lona ba masea naheng ee ya Juda, le sa itshiele le masalla feela? Keng ha le nkgalefisa ka mesebetsi eo le e etsang ya ho tjhesetsa medimo esele mokubetso naheng ee ya Egepeta eo le tlileng ho jaka ho yona, hore le tle le timetswe, le rohakehe, le nyedisehe hara ditjhaba tsohle tsa lefatshe? Na le se le lebetse bokgopo ba bo-ntata lona, le bokgopo ba dikgosi tsa Juda, le bokgopo ba basadi ba bona, le bokgopo ba lona le bokgopo ba basadi ba lona, boo ba bo entseng naheng ya Juda le diterateng tsa Jerusalema? Ha ba eso ikokobetse ho fihlela le kajeno; le ho tshaba ha ba eso ka ba tshaba, leha e le ho ya ka melao ya ka le ka ditaelo tsa ka, tseo ke le beetseng tsona, ka di beela le bo-ntata lona. “Ka baka lena, Modimo wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: Tsebang hore ke rerile ho le tlisetsa koduwa le ho timetsa Juda yohle. Ke tla nka Bajuda ba masalla, ba ngangeletseng ho ya naheng ya Egepeta ho ya jaka teng. Kaofela ha bona ba tla timetswa, ba shwele naheng ya Egepeta. Ba tla bolawa ka sabole, ba bolawe ke sekoboto; ba tla shwa bohle ho tloha ho ya eisehang ho isa ho ya hlomphehang, ba bolawe ka sabole, ba bolawe ke sekoboto. Ba tla nyediswa, e be sesomo, ba rohakehe, ba nyefolwe. Ba ahileng Egepeta ke tla ba otla ka sabole le ka sekoboto le ka lefu la sewa, jwalokaha ke ile ka otla Jerusalema. Ha ho le ya mong wa masalla a Juda a ileng a ya Egepeta ho ya jaka teng ya tla phonyoha kapa a phele, hore a tle a kgutlele naheng ya Juda, eo ba labalabelang ho kgutlela ho yona ho ya aha ho yona. Ha ho le ya mong ya tla kgutlela ho yona, haese feela mahlatsipa a ka phonyohang.” Jwale banna bohle ba neng ba tseba hore basadi ba bona ba ile ba tjhesetsa medimo esele mokubetso, le basadi bohle ba neng ba le moo, e le letshwelehadi, e leng batho bohle ba neng ba ahile Patarose, naheng ya Egepeta, ba re ho Jeremia: “Ha re ka ke ra mamela seo o re bolellang sona ka lebitso la Morena! Ruri re tla etsa dintho tsohle tseo re hlapantseng hore re tla di etsa, e leng ho tjhesetsa Mofumahadi wa Lehodimo mokubetso, ho mo etsetsa nyehelo ya dino, jwalokaha rona le bo-ntata rona, le dikgosi tsa rona, le mahosana a rona, re ile ra etsa metseng ya Juda le diterateng tsa Jerusalema. Ka nako eno kgora e ne e le ngata, re iketla, re sa tshwenngwe ke letho. Empa haesale re kgaotsa ho tjhesetsa Mofumahadi wa Lehodimo mokubetso, le ho mo etsetsa nyehelo ya dino, re ile ra hloka dintho tsohle, ra bolawa ka sabole, ra bolawa ke sekoboto.” Yaba basadi ba re: “Ha re ne re tjhesetsa Mofumahadi wa Lehodimo mokubetso, re mo etsetsa nyehelo ya dino, banna ba rona ba ne ba tseba hore re etsa dikuku tse nang le setshwano sa hae, re mo etsetsa le nyehelo ya dino!” Jwale Jeremia a re ho batho bohle, banna le basadi, le ho batho bohle ba neng ba ile ba mo araba: “Ha ke re mokubetso oo lona le bo-ntata lona, le mahosana a lona, le setjhaba sohle sa naha, oo le ileng la o tjhesetsa metseng ya Juda le diterateng tsa Jerusalema, ke wona oo Morena a ileng a o hopola, mme a o nahana? Eitse ha Morena a se a sitwa ho mamella diketso tsa lona tse kgopo le manyala ao le a entseng, yaba naha ya lona e fetoha nanaola le sesomo, ya rohakeha, ya hloka baahi jwalokaha ho le jwalo kajeno. Kahobane le ile la tjhesa mokubetso, la sitelwa Morena, la se ka le mamela lentswe la hae, la se ke la ya ka molao wa hae, kapa ka ditaelo tsa hae, kapa ka dikeletso tsa hae, le wetswe ke koduwa ena hodimo, jwalokaha le bona.” Jeremia a re ho setjhaba, haholoholo ho basadi: “Mamelang lentswe la Morena, lona bohle ba morabe wa Juda, ba leng naheng ya Egepeta; Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: Lona le basadi ba lona le buile ka melomo ya lona, la ba la phethahatsa ka matsoho a lona, la re: Ruri re tla phetha dikano tseo re di entseng, e leng tsa ho tjhesetsa Mofumahadi wa Lehodimo mokubetso, le ho mo etsetsa nyehelo ya dino. Jwale he, bolokang ditshepiso tseo tsa lona, le phethahatse le dikano tseo tsa lona! “Kahoo lona bohle ba morabe wa Juda ba ahileng naheng ya Egepeta, utlwang lentswe la Morena: Tsebang hore ke ikanne ka lebitso la ka le leholo, ho rialo Morena, hore ha ho motho wa morabe wa Juda ya naheng yohle ya Egepeta ya sa tla hlola a bitsa lebitso la ka, a re: Ka Morena Modimo ya phelang! Bonang, ho ba hlokomela ha ka, e tla ba ho ba tlisetsang bobe, e seng botle. Banna bohle ba morabe wa Juda, ba leng naheng ena ya Egepeta, ba tla bolawa ka sabole, ba bolawe ke sekoboto, ho fihlela ba felella bohle. Empa ba mmalwana, ba tlang ho phonyoha, ba tla tswa naheng ya Egepeta, ba kgutlele naheng ya Juda, mme masalla a Juda, a ileng a ya naheng ya Egepeta ho ya jaka teng, a tla tseba hore na ha e le lentswe la ka kapa lentswe la bona, ke lefe leo e leng nnete. “Morena o re: Seo e tla ba pontsho ho lona ke hore ke tla le otlela hona sebakeng sena, le tle le tsebe hore mantswe a ka a ho le dihela koduwa a a phethahala. Morena o bua tjena: Bonang, ke tla neelana ka Faro Hofera, kgosi ya Egepeta, matsohong a dira tsa hae, le matsohong a ba batlang ho mmolaya, jwalokaha ke ile ka neelana ka Sedekiya, kgosi ya Juda, matsohong a Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, sera sa hae se neng se rata ho mmolaya. ” Ka selemo sa bone sa puso ya Jehoyakime, mora wa Josiya, kgosi ya Juda, yare hoba Baruke, mora wa Neriya, a qete ho ngola mantswe a tswang molomong wa Jeremia, a a ngole bukeng, Jeremia a re ho yena: “Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena ho wena Baruke: O itse: A nna elwa! Morena o phaeletse maswabi a ka ka mahlomola; ke kgathetse ke ho fehelwa, ha ke na phomolo! “Wena Jeremia, o tle o re ho yena: Morena o bua tjena: Bonang, seo ke ileng ka se haha ke tla se heletsa; seo ke se hlommeng ke se motsule lefatsheng lohle. Na wena o ipatlela tse kgolo? Se ke wa di batla, hobane ke tla dihela koduwa hodima batho bohle, ho rialo Morena, empa wena ke tla o baballela bophelo ba hao hohle moo o yang teng. ” Lena ke lentswe la Morena le ileng la fihla ho moporofeta Jeremia malebana le baditjhaba. Malebana le Egepeta le mabotho a Faro-Neko, kgosi ya Egepeta, a neng a larile pela noka ya Euferatese, Karakemishe, ao Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, a neng a a hlole ka selemo sa bone sa puso ya Jehoyakime, mora wa Josiya, kgosi ya Juda, Morena o re: “Tshwarang thebe tsa lona, le tshware le dithejana, le teolohe, le thee theko ya ntwa! Qhanehang dipere le di palame! Theang theko le rwetse katiba tsa ntwa! Tshotsang marumo, le apare tsa ntwa! Keng ha ke bona ba se ba phakgasela, ba furaletse, ba se ba etsa sealo? Dinatla tsa bona fatshe di tjapaletse, ke mphete-ke-o-fete, morao ha ba sa hetla, ka nkong tsa bona ho nkga lefu feela!” ho rialo Morena. “Ba nang le sekaja maoto a bona a a katleha, dinatla tsa bona ha di ka ke tsa phonyoha; bohle ba a kgothometseha, ba a polopoqana, ba wela ka leboya ho noka ya Euferatese. “Ke mang eo ya tlang sa noka ya Nile e sabaletse, ya tlang sa noka tsa metsi a bilohang? Ke Egepeta e tlang sa Nile e sabaletse, e tlang sa noka tsa metsi a bilohang.” Egepeta e re: “Ke tla saballa, ke aparele lefatshe, metse ke e timetse mmoho le baahi ba yona.” Morena o re: Futuhang lona banna ba dipere! Kgannang ka sekgahla lona ba dikariki! Teolohang lona banna ba bahlabani, banna ba Kushe le ba Pute, matshwarathebe, banna ba Lode ba fulang ka diqha! Lena ke tsatsi la Morena, Modimo wa mabotho, tsatsi la boiphetetso, ho dira tsa hae; sabole e tla bolaya ho fihlela madi a kganathetse, e bolaye ho fihlela madi a e tahile. Morena Modimo wa mabotho, o tla etsa sehlabelo, a se etse naheng e ka leboya ho Euferatese. “Nyolohela Gileade o fumane moriana teng, wena morwetsana, moradi wa Egepeta; o sebedisitse tlhare tse ngata ho se katleho, le ho phekoleha ha wa ka wa phekoleha. Tjhaba di utlwile ho tlontloloha ha hao, fatshe lohle le tletse seboko sa hao, senatla se thulane le senatla se seng, bobedi ba tsona tsa wela fatshe mmoho.” Lena ke lentswe la Morena, leo a le buileng ho moporofeta Jeremia, la hore Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, o tla futuhela Egepeta: “Bolelang tsena Egepeta, le di phatlalatse Migedole, le di phatlalatse le Nofa le Tahepanehese, le di bolele, le re: Emang le tiile, le itokisitse, hobane sabole e tla bolaya ba le potapotileng. Apise, modingwana hao o fefolwa keng? O sitilwe ho setlela hoba Morena o mo dihile. Morena o kgothomeditse ba le bangata, mohlabani a wela hodima mohlabani. Ba re: Tsohang, a re kgutleleng tjhabeng sa habo rona, re kgutleleng naheng ya tswalo ya rona, re baleheng sabole ya mokataki. Teng ba tla howeletsa, ba re: Faro, kgosi ya Egepeta, o shwahla haholo; menyetla ya hae e se e mo fetile. “Ke a tiya, ke a hlapanya,” ho rialo Kgosi, Kgosi eo bitso la yona e leng Modimo wa mabotho; “E mong o tla tla sa Tabore hara dithaba, a tle sa Karamele e pela lewatle. Tlamang thoto ya lona le be baphaphathehi, lona matswallwa a naha ya Egepeta, hoba Nofa e tla ba nanaola, e hloke baahi. “Egepeta e ka sethole se setlesetle, empa seboba se tswang leboya se tla e lomaka. Bahlabani ba hirilweng ke Egepeta, ba ka manamane a nontshitsweng; le bona ba tla phekgoha, ba balehe kaofela, ha ba ka ke ba tseba ho ema senna, hobane tsatsi la koduwa le ba fihletse, ba fihletswe ke nako ya bona, nako ya ho ahlolwa. Egepeta e tla hwasa, e hwase sa noha e baleha, e hwase ha sera se etla ka sekgahla; ba tla e futuhela ba tshwere dilepe, ba di tshwere sa banna ba rema difate. Moru wa Egepeta ba tla o kgethula,” ho rialo Morena, “ba o kgethule leha o opane haholo, hobane ba feta le ditsie ka boiyane, palo ya bona hase e ka ba ya balwa. Baegepeta ba tla tlontloloha, ho neelanwe ka bona ho batho ba tswang leboya.” Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o re: “Bonang, ke tla otla Amone, e leng modimo wa Tebese, le Faro, le Egepeta le medimo ya yona, le dikgosi tsa yona, le bohle ba tshepileng Faro. Ke tla neelana ka bona matsohong a ba batlang ho ba bolaya, ke neelane ka bona matsohong a Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, le matsohong a bahlabani ba hae. Empa hamorao Egepeta e tla boela e eba le baahi jwaloka mehleng ya pele,” ho rialo Morena. “Wena mohlanka wa ka Jakobo, o se ke wa tshaba, wena Iseraele, o se ke wa tsieleha, hoba ke tla o pholosa o le naheng e hole, le ditloholo tsa hao naheng ya bothopuwa. Jakobo o tla kgutla, a be le kgotso le boiketlo, ho se be ya ka hlolang a mmakela tshabo. Wena mohlanka wa ka Jakobo, o se ke wa tshaba, hobane ke na le wena,” ho rialo Morena. “Ditjhaba tsohle ke tla di timetsa, ditjhaba tseo ke o leleketseng hara tsona, empa wena ha o ka ke wa timella ruri; ke tla o ahlola, feela e le ka toka, nke ke ka o tlohela o sa ahlolwa ho hang.” Lena ke lentswe la Morena, le ileng la fihla ho moporofeta Jeremia, malebana le Bafilesita, Faro a eso futuhele Gasa. Morena o bua tjena: “Metsi ke ao, a phorosela ho tswa leboya, a tla ka sekgahla se kang sa sekgohola, a tla aparela naha le tsohle tse ho yona, a aparele metse le baahi ba yona bohle. Banna ba tla tshoha ba hlabe mokgosi, baahi bohle ba naha bona ba bokolle, ha ho utlwahala modumo wa ditlhako, wa ditlhako tsa dipere tsa hae, ho utlwahala lekgarakgara, lekgarakgara la kariki tsa hae tsa ntwa, ho utlwahala le modumo wa mabidi a tsona, bo-ntata ha ba sa tla natsa le bana ba bona, hobane matsoho a bona a tla be a fokola. Tsatsi le fihlile, tsatsi la ho timetsa Bafilesita, basireletsi ba Tire le Sidone ba tla fediswa, hobane Morena o tla timetsa Bafilesita, masalla a sehlekehleke sa Kafatore. Gasa e tla ba bofifing, e beole hlooho, Ashekelone yona e tla ripitlwa. Lona masalla a tjhaba sa Baanake, le tla itlhokofatsa, le lle ho fihlela neng? Wena sabole ya Morena, o tla phomola neng? Boela selateng sa hao, o phomole, o ikgutsetse. E ka kgutsa jwang, Morena a e neile taelo, taelo ya ho futuhela Ashekelone, ya ho futuhela naha tse bopong la lewatle? Ke hona moo Morena a e laoletseng teng.” Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua ka Moabe, o re: “Ho madimabe Nebo, hobane e ripitlilwe, Kiriataime ba e tlontlolotse, ba e hapile, qhobosheane ba e tlontlolla, ba e thuaka. Moabe ha e sa tla hlola e roriswa, ba Heshebone ba e reretse ho e timetsa, ba re: Tloong re fedise botjhaba ba yona. Le lona baahi ba Madamene le tla timetswa, sabole le yona e le phaladise. Sello se tla utlwahala se etswa Horonaime, sello sa tshenyo e kgolo le nanaola. Moabe e tla ripitlwa, sello sa masea a yona se utlwahale. Ba nyoloha ka tsela e yang Lohite, ba nyolohela teng ba ntse ba lla; tseleng e theohelang Horonaime ho utlwahala dillo tse reng: Koduwa! Balehang le tle le ipholose, le ke tonki e hlaha ya lehwatata. Kaha le tshepile ketso tsa lona le maruo a lona, le lona Bamoabe le tla thopuwa; Kemoshe le yena o tla thopuwa; a thopuwe le baprista ba hae, a thopuwe le mahosana. Metse yohle e tla futuhelwa, e futuhelwe ke motimetsi, ha ho motse le o mong o tla phonyoha. Ba phelang ka kgohlong ba tla ripitlwa, ba phelang dithoteng le bona ba timetswe, hobane Morena o boletse jwalo. Neang Bamoabe mapheo ba fofe, ba fofe ba ikele hole, hobane metse ya bona e tla fetoha masupi, e fetohe masupi a hlokang baahi. “Ya sa natseng mosebetsi wa Morena a rohakehe! Ya sa tsholleng madi ka sabole a rohakehe!” “Moabe e iketlile ho tloha botjheng ba yona, e ka veine eo ditshifa tsa yona di qitileng, e sa rokollelweng dinkgong ka ho fapana, le bothopuweng Moabe ha e eso ka e iswa; kahoo boleng ba yona e ntse le ba pele, le monko wa yona ha wa fetoha. Ka baka leo, bonang, matsatsi a a tla,” ho rialo Morena, “ao ka wona ke tla romella barokolli ba dinkgo, mme bona ba tla e rokollela fatshe; dinkgo tsa yona ba tla di tsholla, mepotjwana ya bona yona ba e pshatlake. Jwale Moabe e tla hlabiswa dihlong ke Kemoshe, jwalokaha Baiseraele dihlong di ile tsa ba hlaba, mehleng ya ha Bethele e ne le tshepo ya bona. “Le ka ipolela jwang, la re Rona re bahlabani, rona re dinatla tsa dikwakwariri ntweng?>*** Moabe e tla timetswa metse ya yona e futuhelwe, tjhatjha ya yona e we thekong ya ntwa,” ho rialo Kgosi bitso la yona ke Morena wa mabotho. “Ho wa ha Moabe ho se ho le haufi, koduwa ya yona e tla fihla e potlakile. Lona ba ahisaneng le Moabe e lleleng, lona bohle ba tsebang botumo ba yona, le re: Lere la puso le la matla le robehile, molamu o tlotlehang o robehile! “Lona tjhaba se ahileng Dibone, theohang moo tlotleng ya lona, le dule fatshe, mobung o dipekane, hoba ya timetsang Moabe o tla le futuhela, a ripitle metse ya lona e haheleditswe. Lona ba ahileng Arowere, emang kathoko ho tsela le shebisise, le botse baphaphathehi ba banna le ba basadi, le ba botse, le re: Ho etsahetse dife?>*** Moabe e tlontlolotswe hobane e tamukane! Bokollang, le be le howeletse haholo, le phatlalletse baahi ba Arenone, le phatlalatse hore Moabe e timeditswe. Kahlolo e fihlile ka dihlabeng, e fihlile Holone le Jahase le Mefarata; ya fihla Dibone, Nebo le Bete-Dibelataime, ya fihla Kiriataime, Bete-Gamule le Bete-Meone, ya fihla Keriote, ya fihla Bosera, metseng yohle ya Moabe e hole le e haufi. Naka la Moabe le robehile, le letsoho la yona le phukgehile,” ho rialo Morena. “Tahisang Moabe, hoba e ikakaseditse Morena, e tloheleng e qhafutse kahara mahlatsa a yona, e tloheleng e fetohe, e be sesomo. Na hase Moabe e neng e soma Baiseraele? Na e kila ba fumana ba le hara mashodu, hoo e thukuthang hlooho ha e bua ka bona? Lona baahi ba Moabe tswang metseng ya lona, le yo iphelela kwana hara mafika, le ke leeba le hahang sehlaha sa lona, le se hahang dintshing, ntshing tsa faru la lefika. “Boikgantsho ba Moabe re bo utlwile, boikgantsho bo boholo le mabela a yona, boikgantsho ba yona le bona boikakaso, esita le mabifi a pelo ya yona. Bokakalope ba Moabe ke a bo tseba, empa ke bokakalope bo se nang thuso,” ho rialo Morena, “ho ipoledisaka ha yona ha ho na molemo. Ka baka leo, ke llela Moabe, ke llela baahi bohle ba Moabe, ke llela banna ba Kire-Harese. Wena morara wa Sibema ke a o llela! Ke o llela le ho feta baahi ba Jasere! Makala a morara wa Sibema a thathaletse, a thathaletse ho ya fihla lewatleng la Jasere, mosenyi o lobetse ditholwana, tholwana tsa lehlabula, o lobetse tholwana tsa morara wa hao. Rapeng tsa difate le masimong a Moabe, thabo le monyaka ha di sa fumanwa. Ke thibetse ho tswa ha veine, ho tswa ha yona ditlhotlelong, ha ho ya tlhotlang morara ka mehoo ya thabo. Le hoja mehoo yona e ntse utlwahala, mehoo eo hase mehoo ya thabo. “Baahi ba Heshebone le ba Elele ba a lla, sello sa bona se utlwahala Jahase, se utlwahala ho tloha Soware ho ya fihla Horonaime, se be se yo utlwahala le Egelate-Sheleshiya, hoba le metsi a Nimerime a se a pshele. Ba etsetsang dinyehelo dibakeng tsa borapedi, le ba tjhesetsang medimo ya bona mokubetso, ke tla ba thibela ho etsa jwalo naheng ya Moabe,” ho rialo Morena. “Kahoo pelo ya ka e llela Moabe sa lekodilo, sa lekodilo le llela banna ba Kire-Harese, hoba matlotlo a bona a se a ba feletse. Dihlooho kaofela di lekorana, ditedu kaofela ba di beotse, matsoho kaofela ba a phatsitse, matheka ba a tlamme ka tse mahwashe. Hodima matlo wohle a Moabe, le hara diterata tsohle tsa yona, ha ho letho, haese dillo feela, hobane Moabe ke e pshatlile, ka e pshatla sa mopotjwana o seng o sa natswe ke motho,” ho rialo Morena. “Utlwahatsang sello sena: Bonang, Moabe e fetohile lesupi! Bonang kamoo e balehang kateng e le dihlong! Moabe e se e fetohile sesomo, e fetohile setsoto ho ba ahelaneng le yona.” Morena o bua tjena: “Bonang, ntsu ke eo e ubella, e thathaladitse mapheo hodima Moabe, metse yohle e tla hapuwa, diqhobosheane le tsona di kenwe. Mohlang oo pelo tsa bahlabani ba Moabe di tla tshwana le pelo ya mosadi, mosadi a kena tlung. Botjhaba ba Moabe bo tla fediswa, hobane e ikakaseditse Morena. Tshabo le lemena le leraba di le fumane, di fumane lona baahi ba Moabe,” ho rialo Morena. “Ya balehang ke ho tshaba o tla wela ka lemeneng, ya tswang ka lemeneng raba le tla mo tshwasa. Tsena tsohle ke tla di tlisetsa ba Moabe, ke ba tlisetse tsona ka lemo sa kotlo ya bona,” ho rialo Morena. “Baphaphathehi ba eme moriting wa Heshebone, ba eme teng ba qetilwe ke mokgathala, hobane mollo o hoteditswe wa hotetswa ka Heshebone, malakabe a laima a etswa tlung ya Sihone, a laima a tjhesa lehae la Bamoabe, a fedisa tlotla ya baikgantshi. O madimabe hakaakang, wena Moabe! Tjhaba sa Kemoshe se fedile kaofela, bara ba hao ba isitswe bothopuweng, baradi ba hao le bona ba thopilwe! “Empa hamorao ke tla boela ke atlehisa Moabe, taba tsa Moabe di boele madulong,” ho rialo Morena. Kahlolo ya Moabe e fella mona. Malebana le Baamone Morena o bua tjena: “Na ebe Iseraele ha e na bara? Na ebe ha e na majalefa? Ho ya kang ha ba kgumamelang Milekome, e le bona ba jeleng lefa la Gade? Ho ya kang ha metseng ya Gade jwale ho se ho phela bona? Bonang, matsatsi a a tla,” ho rialo Morena, “ao ka wona ke tla hlaba mokgosi, ke o hlabele Raba ya Baamone: Raba e tla fetoha qubu ya masupi, metse ya yona e tjheswe ke mollo. Jwale Baiseraele ba tla hapa naha ya bona, ba e hape ho ba neng ba e hapile pele,” ho rialo Morena. “Bokolla, wena Heshebone, hobane Ai e timeditswe! Howeletsang lona baahi ba Raba! Aparang tse mahwashe, le hlomohe! Tjhalakang, le ye hohle kahara marako, hobane Milekome, modingwana bona, o tla thopuwa, a thopuwe le baprista le mahosana a hae. Ho ya kang le ithorisang ka kgohlo tsa lona, le ithorisang ka kgohlo tsa lona tse manoni? Wena moradi ya hlokang botshepehi, wena ya tshepileng maruo a hae, ya reng: Ke mang ya tla mphutuhela?>*** Bona, ke tla o tlisetsa tshabo, o tshabe bohle ba o potapotileng,” ho rialo Morena, Morena wa mabotho. “Kaofela ha lona le tla lelekwa naheng ena, ha ho ya tla phutha baphaphathehi ba lona. “Hamorao ke tla boela ke atlehisa Baamone,” ho rialo Morena. Malebana le Baedomo Morena o bua tjena: “Na ebe Temana ha ho sa na bohlale? Na ba bohlale ha ba sa na dikeletso? Na bohlale ba bona bo se bo fedile? Kgutlang, le balehe, le ipate ka mahaheng, lona baahi ba motse wa Dedane, hobane ke tla dihela Esau koduwa, ke mo dihele yona ha ke mo otla. Haeba bakotudi ba morara ba ka tla ho lona, na ba ke ke ba siya makgwahlapiso? Haeba mashodu a ka fihla e le bosiu, na a ke ke a utswa a itekanyetsa? Ke tla hlobodisa Esau a be feela, baka tseo a ipatang ho tsona ke di pepese, hoo a ke keng a hlola a tseba ho ipata. Bana ba hae, bang ka yena, ba ahisaneng le yena, bana bohle ba tla timela, yena a ke ke a hlola a eba teng. Tlohelang dikgutsana tsa lona, bophelo ba tsona ke tla bo sireletsa, bahlolohadi ba lona le bona ba ntshepe.” Morena o bua tjena: “Haeba ba sa lokelang ho nwa senwelo, ba se nwele, lona nke ke ka le otla hobaneng? Le tla otlwa, mme senwelo sena le tla se nwa. Ke ikanne,” ho rialo Morena, “Bosera e tla fetoha lesupi, e be sesomo, e nyedisehe, mme e rohakehe; metse yohle ya yona e tla fetoha masupi a kamehla yohle.” Ke fumane molaetsa o tswang ho Morena, leqosa le rometswe ho baditjhaba hore le re: “Kgobokanang mmoho le futuhele Edomo! Emang, le itokisetse ntwa!” “Ke tla le nyenyefatsa, ke le nyenyefatse hara baditjhaba, batho bona ba le nyedise! Boikakaso ba hao bo u thetsitse, le boikgantsho ba pelo ya hao bo o thetsitse, wena ya phelang ka mafarung a mafika, wena ya ahileng maralleng a phahameng. Le hoja o ahile hodimo jwaloka ntsu, ke tla o theolela tlase,” ho rialo Morena. “Edomo e tla fetoha nanaola, bo-mofeta-ka-tsela ba e makalle, e fotohe sekgobo sa kamehla yohle, ba tsote ha ba bona dikotlo tsa yona. Jwalokaha Sodoma le Gomora di ile tsa timetswa, tsa timetswa le metse e di potapotileng,” ho rialo Morena, “kahoo ha ho ya tla phela ho yona, ha ho motho ya tla aha motseng oo. “Jwaloka tau e tswang merung ya Jorodane, e etswa ho ya makgulong a matalana, ka ho panya ha ntshi Edomo ke tla e leleka, ke e leleke naheng e le ya yona. Ba tla sireletswa ke mang ha ke ba otla? Ya ka tshwanang le nna ebe ke mang? Ya ka nkisang kgotla yena ke mang? Moetapele ke ofe ya ka nkemang kapele?” Ka baka leo, utlwang diqeto tsa Morena, diqeto tseo a di etseditseng baahi ba Edomo, merero eo Morena a e rerileng, a e rerela baahi ba Temana: Batjha ba setjhaba ba tla hulanngwa, ka baka la bona naha ya bona e senngwe. Etlare ha ba ewa lefatshe le reketle, seboko sa bona se yo utlwahala, se utlwahale Lewatleng la Lehlaka. Ntsu e tla solla hodimo, e ubelle, e thathalatse mapheo a yona, e a thathalatse hodima Bosera. Pelo tsa bahlabani ba Edomo, ka tsatsi leo, di tla ka pelo ya mosadi, mosadi a kena tlung. Malebana le Damaseka Morena o re: “Baahi ba Hamate le ba Arepade ba tsielehile, hobane ba utlwile taba tse bohloko. Pelo tsa bona di nyahame haholo, di tshwenyehile sa lewatle le tsudubutlana. Damaseka e se e fokola, e phekgohile, e hlanola tlhabela, tshabo le yona e se e e fihletse; bohloko bo e tshwere le mahlaba a e tshwere, mahlaba a kang a mosadi, mosadi a kena tlung. Jo! Motse o tummeng o furaletswe! Motse wa Damaseka o nkgahlang haholo! Ruri bahlankana ba wona ba tla bolawa diterateng, bahlabani ba kgutsiswe mohla tsatsi leo,” ho rialo Morena wa mabotho. “Marako a Damaseka ke tla a tjhesa, qhoboseheane tsa Bene-Hadade ke di timetse!” Malebana le Kedare le mebuso ya Hasore, eo Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, a neng a e futuhela, Morena o re: “Ema, o futuhele baahi ba Kedare, baahi ba botjhabela o ba timetse. O hape tente tsa bona le mehlape ya bona, le maphephe a bona o bo a nke, o nke thepa yohle ya bona le dikamele. Batho ba tla howeletsa, ba re ho bona: Matshabeho a le potapotile kahohle! “Balehang kapele, ka ho potlaka! Ipateng mafarung lona baahi ba Hasore,” ho rialo Morena. “Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, morero wa ho le futuhela o se a o rerile, moralo wa ho le futuhela o se a o radile. “Emang le futuhele tjhaba se iketlile, tjhaba se iphelela, se ena le letshepa, tjhaba se se nang dikgoro, se se nang le mekwallo, tjhaba se iphelelang se le inotshi feela,” ho rialo Morena. “Kamele tsa sona e tla ba lelobelo, mehlape ya sona e mengata e tla hapuwa. Ba bakeng tse hole ke tla ba qhalanyetsa hohle, ke ba dihele koduwa ka mahlakore wohle,” ho rialo Morena. “Hasore e tla fetoha lehae la diphokojwe, e be nanaola ya kamehla yohle; ha ho na motho ya tla phela ho yona, ha ho na motho ya tla aha ho yona.” Lena ke lentswe la Morena, le ileng la fihla ho moporofeta Jeremia, malebana le Elame, mehleng ya ha Sedekiya, kgosi ya Juda, a ne a qala ho busa, la re: Morena wa mabotho o bua tjena: “Bona, seqha sa Baelame ke tla se roba, e leng sona se ba matlafaditseng. Ke tla ba pepetla ka meya e hlaha hohle, e hlaha qoleng tse nne tsa lefatshe. Ke tla ba qhalanyetsa qoleng tse nne tsa lefatshe, ha ho na le setjhaba le se seng seo baphaphathehi ba Elame ba sa tlo fihla ho sona. Baelame ke tla ba qhemetsa, ke ba qhemetse mahlong a dira tsa bona, mahlong a ba batlang ho ba bolaya; ke tla dihela koduwa hodima bona, ke ba dihele kgalefo ya ka, kgalefo e tlokomang,” ho rialo Morena. “Ke tla romela mara a ba phaladise, a ba phaladise ka sabole, a ba timetse. Ke tla hloma terone ya ka Elame, ke timetse kgosi ya yona le mahosana a yona,” ho rialo Morena. “Empa ke tla boela ke atlehisa Elame, ke e atlehise ka matsatsi a tlang,” ho rialo Morena. Lena ke lentswe leo Morena a ileng a le bua ka molomo wa moporofeta Jeremia, malebana le Babilona le naha ya Bakalatiya: “Bolelang le phatlalatse hara ditjhaba, phahamisang mokgele, le phatlalatse, le se pate letho, le bolele, le re: Babilona e tla hapuwa, Bele wa modingwana a hlabiswe dihlong, Maraduke wa modingwana a tlale tshabo. Medimo ya bohata e tla hlabiswa dihlong, medingwana ya Babilona e tlale tshabo. Tjhaba se tswang leboya se tla e futuhela, se fetole naha ya Babilona e be nanaola. Ha ho na ya tla phela ho yona, ho tla baleha batho le diphoofolo.” “Matsatsing ao, ka yona nako eo,” ho rialo Morena, “Baiseraele le Bajuda ba le mmoho, ba tla batla Morena, Modimo wa bona, ka dikgapha. Ba tla botsa tsela e yang Sione, fahleho tsa bona di tadime tseleng eo. Ba tla tla, ba ineele Morena, ba etse selekane sa kamehla yohle, selekane se ke keng sa hlola se lebalwa. “Setjhaba sa ka ke dinku tsa malahleha, badisa ba sona ba ile ba se kgelosa, ba etsa hore se solle hodima dithaba. Se lelerile hodima dithaba le maralla, sa lebala baka sa sona sa ho phomola. Bohle ba se fumanang ba itjella sona, dira tsa sona tsa re: Rona ha re na molato, hoba se sitetswe Morena, e leng kgulo la sona la sebele, Morena, yena tshepo ya bo-ntata sona. “Tswang kahara Babilona le balehe, tlohang naheng ya Bakalatiya, le be jwaloka podi tse etellang mohlape pele. Ke tla etsa letsoso hara naha tse matla, hara naha tse matla tsa ka leboya, di futuhele Babilona, di ikentse kgokanyana phiri. Di tla thulana le yona thekong ya ntwa, e hapuwe ke tjhaba tse hlahang ka leboya. Metsu ya tsona e tla ka mohlabani ya masene, ya sa ke be a kgutle ntweng a se na kgapo. Kahoo Babilona e tla ba lelobelo, bohle ba e lobelang ba ikgapele ka ho rata,” ho rialo Morena. “Lona ba lobetseng lefa la ka, le hoja le thabile, le nyakaletse, le ralotsa sa sethojana se qeta ho pola mabele, le tsetsela jwaloka poho tsa dipere, mma lona o tla hlabiswa dihlong haholo, yena ya le belehileng o tla tlontloloha; e tla ba tjhabana se nyedisehang hara ditjhaba, a fetohe lefeella, letswatlare le lehwatata. Ka baka la hobane Morena a halefile, Babilona ha e ka ke ya eba le baahi, e tla fetoha nanaola kahohlehohle. Bo-mofeta-ka-tsela ba tla e makalla! Ba tsote ha ba bona dikotlo tsa yona! “Lona bohle ba fulang ka diqha, theang theko, le potapote Babilona, le e fule, ho se be le motsu o salang, hobane Babilona e sitetswe Morena. Hlabelang Babilona mokgosi kahohle! E a inehela, tora tsa yona di a heleha, le marako a yona a a heletswa, hobane phetetso ena ke ya Morena. Le lona iphetetseng ho yona, le e etse seo e se entseng ba bang. Fedisa mojadi Babilona, le mokotudi ka sekele ya hae a fele. Ka baka la ho tshaba sabole ya mohatelli motho ka mong a kgutlele tjhabeng sa habo, motho ka mong a balehele naheng ya habo.” “Baiseraele ke mohlape o qhalakaneng, oo ditau di o manakisang. Wa pele wa ho ba ja ke kgosi ya Asiria, Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, a qetela ka ho ba bjabjaretsa masapo.” Ka baka leo, Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: “Ke tla otla kgosi ya Babilona le naha ya yona, jwalokaha ke otlile kgosi ya Asiria. Ke tla busetsa Baiseraele makgulong a bona, ba fule Karamele, ba fule le Bashane; ba fule thabeng ya Efraime, ba fule le Gileade, di ba fepe di be di ba kgorise. Ka matsatsi ao, le ka nako eo,” ho rialo Morena, “bokgopo ba Baiseraele bo tla batlisiswa, empa ha bo ka ke ba ba ba fumaneha; le dibe tsa morabe wa Juda di tla batlisiswa, empa le tsona ha di ka ke tsa ba tsa fumaneha, hoba masalla ao ke tla a tshwarela.” “Futuhelang naha ya Merataime, le futuhele le baahi ba Pekode. Ba phaladiseng, le ba bolaye, le be le ba timetse ho hang,” ho rialo Morena. “Taelo tsa ka tsohle le di phethahatse. Hara naha ho utlwahala mokgosi wa ntwa, tshenyo ya wona ke e kgolo haholo! Bonang kamoo noto ya lefatshe lohle e pshatlehileng maqhetswana kateng! Kamoo Babilona e fetohileng nanaola kateng, ya fetoha nanaola hara baditjhaba! Wena Babilona ke o tjhehetse leraba, la ba la o tshwasa o sa le ela hloko; o ile wa fumanwa, mme wa hapuwa, hobane o ile wa lwana, wa lwantshana le Morena. Morena o butse ntlo ya dihlomo tsa hae, hlomo tsa kgalefo ya hae a di ntsha. Morena Modimo wa mabotho, o na le mosebetsi, mosebetsi oo a o etsang naheng ya Babilona. Futuhelang Babilona le etswa hohle, disiu tsa yona le di qhaqholle; bokellang tsohle sa setha sa mabele, le di bokelle, le di senyetse ruri, le se ke la siya leha e le letho! Bolayang bahlabani bohle, bahlabani ba Babilona, le ba theolele moo ba tla hlabelwa teng. Bomadimabe ba bona ke bo bokaakang! Tsatsi la kotlo ya bona le ba fihletse! “Mamelang babalehi ba phonyohileng Babilona, ba phatlalatsa Sione hore Morena o a iphetetsa, Morena Modimo wa rona, o a phetetsa, o phetetsa Tempele ya hae. “Bohle ba fulang ka diqha le ka metsu, ba bitseng bohle, ba futuhele Babilona, ba e etsetse sakana-la-nkope, ba se tlohele le ya mong a phonyoha. Putsang Babilona ka baka la ketso tsa yona, le e etse seo e ila se etsa ba bang, hobane Babilona e ikgantsheditse Morena, ya ikgatshetsa Ya Halalelang wa Iseraele. Kahoo bahlankana ba yona ba tla shwela diterateng, bahlabani ba yona ba kgutsiswe ka tsatsi leo,” ho rialo Morena. “Wena Babilona, moikgatshihadi towe wa motse! Bona, ke ya o lwantsha,” ho rialo Morena Modimo wa mabotho, “tsatsi la hao le se le fihlile, nako ya hore ke o nee kotlo ya hao. Moikgantshi o tla kgothometseha a ba a we, ha ho na ya tla mo thusa ho mo emisa; ke tla hotetsa mollo motseng wa hae, o tla tjhesa tsohle tse mo potapotileng.” Morena wa mabotho o bua tjena: “Setjhaba sa Iseraele se hateletswe, esita le sona setjhaba sa Juda. Bathopi ba sona ba se tshwere ka thata, ba hana ho se lokolla hore se tsamaye. Empa Mopholosi wa sona o matla, Morena wa mabotho ke lona lebitso la hae, se tla buellwa ke yena nyeweng ya sona. Lefatshe le tla tseba ho fumana phomolo, baahi ba Babilona bona ba hloke kgotso. “Sabole e supile setjhaba, tjhaba sa Bakalatiya,” ho rialo Morena. “Baahi ba Babilona le bona e ba supile, e supile babusi ba yona le bahlalefi! E supile baporofeta ba bohata, baporofeta ba Babilona! Baporofeta bao ba tla fetoha dithoto. Bahlabani ba Babilona le bona e ba supile, bahlabani bao ba thothomela ke tshabo! Sabole e supile le dipere tsa bona, ya supa le tsona kariki tsa bona tsa ntwa; e supile bohle bao e leng melata, kaofela ha bona ba tla fetoha basadi! Sabole e supile matlotlo a Babilona, kaofela ha wona matlotlo ana a tla hapuwa! Sabole e supile mehlodi ya dinokana, metsi a tsona a tla psha kaofela, kahobane naha ena ke naha ya medingwana, medingwana e hlantshang batho ke ho e tshaba! “Teng ho tla phela batana tsa naha le diphokojwe, dimpshe le tsona di phele moo. Ha ho sa tla hlola ho eba le baahi hape, ha ho ya tla phela teng ka mengwaha yohle. Jwalokaha Sodoma le Gomora Modimo a na di timetse, a timetsa le metse e neng e ahelane le tsona,” ho rialo Morena, “ha ho na motho ya sa tla phela Babilona, ha ho na motho ya tla aha Babilona. “Bonang, ho tla tla setjhaba se etswa leboya, tjhaba se matla, le dikgosi tse ngata, kgosi tse phepheditsweng di le dipheletsong tsa lefatshe. Tjhaba seo se hlometse ka diqha le ka marumo; ke tjhaba se sehloho, tjhaba se hlokang mohau. Modumo wa sona ekare wa lewatle le hwasa. Tjhaba seo se tla se palame dipere tsa sona, se theile theko ya ntwa, se hlometse sa mohlabani, se a o futuhela, wena Moradi wa Babilona. Kgosi ya Babilona e utlwetse tsa setjhaba seo, matsoho a yona a leketlile ke ho tepella; e tshwerwe ke mahlaba a ho tlallwa, mahlaba a kang a mosadi, mosadi a kena tlung. Jwaloka tau e tswang morung wa Jorodane, e etswa ho ya makgulong a matalana, ka ho panya ha ntshi Babilona e tla lelekwa! Ba tla sireletswa ke mang ha ke ba otla? Ya ka tshwanang le nna ebe ke mang? Ya ka nkisang kgotla yena ke mang? Moetapele ke ofe ya ka nkemang kapele?” Ka baka leo, utlwang diqeto tsa Morena, diqeto tseo a di etseditseng baahi ba Babilona: Batjha ba setjhaba ba tla hulanngwa, ka baka la bona naha ya bona e senngwe. Fatshe le tla reketla ha ho utlwahala, ho utlwahala hore Babilona e se e hapilwe: Sello sa yona se tla utlwahala hara baditjhaba. Morena wa mabotho o bua tjena: “Ke tla tsosa moya o timetsang, moya wa kgalefo, ke o tsosetse Babilona le baahi ba yona. Ke tla romela baditjhaba naheng ya Babilona, ho ya e hlokola ba e siya e le feela: Mohla tsatsi la koduwa ya Babilona, ba tla e futuhela ba e hlahile kahohle. Wa seqha o tla hloka nako ya ho fula ka seqha, a hloke le nako ya ho apara tsa ntwa. Le se qenehele batjha ba Babilona, mabotho wohle a Babilona le a timetse! Baahi ba Babilona ba tla bolawa, topo tsa bona e be mofela hara diterata! Baiseraele le Bajuda ha ba a furallwa ke Modimo, Modimo wa bona, Morena mabotho, le hoja naha ya bona e tletse melato, melato e sitetsweng Ya Halalelang wa Iseraele. “Bohle balehang naheng ya Babilona! Se timetsweng ka baka la bokgopo ba yona! Nako ena ke ya hore Morena a iphetetse, a putse Babilona ka mokgwa o phethehileng. Babilona e ne le mokgako wa kgauta tsohong la Morena, mokgako o ila tahisa lefatshe lohle. Ditjhaba di ile tsa nwa veine, veine ya Babilona, jwale tjhaba tseo di fetohile mahlanya! Babilona e wele hanghang ya bjaramana! Llelang Babilona ke hona! E feng setlolo sa ho thoba maqeba a yona haeba le re ho etsa jwalo ho tla e phekola. “ Re ka be re ile ra e phekola, empa Babilona ha e ka ke ya phekoleha; a re e tloheleng ke hona he, motho ka mong a kgutlele naheng ya habo, hobane kotlo tsa Babilona ke mohlomelo, di fihla mahodimong, di lopalletse hodimo ho ya fihla marung! “ Morena o re lokolotse molatong wa rona, tloong, re yo phatlalatsa tsena Sione, re bolele mesebetsi ya Morena, Modimo wa rona. “Tjhorisang metsu, le nke dithebe tsa lona, Morena o phepheditse kgosi tsa Bamede di halefile, sepheo sa hae ke ho timetsa Babilona. Bona ke bona boiphetetso, boiphetetso ba Morena, ke ho phetetsa le Tempele ya hae. Phahamisang mokgele hodima marako a Babilona! Matlafatsang balebedi ba motse! Beang dibohodi, le bee le balalli, hobane Morena o tla phetha morero wa hae, morero oo a soketseng baahi ba Babilona ka wona. Wena ya ahileng pela dinoka tse kgolo, wena ya nang le matlotlo a le mangata, pheletso ya hao kajeno e se fihlile, nako ya bophelo ba hao e se fedile. Morena wa mabotho o se a ikanne: Ke tla tlatsa batho hara naha ya hao, bongata ba bona bo lekane le ba ditsie; ba tla o hlabela mekgosi ya ho o hlola.” “Ka matla a hae Morena o hlodile lefatshe, ka bohlale ba hae a tsitsisa metheo ya lona, ka kutlwisiso ya hae a ala le mahodimo. Ha a thwathwaretsa metsi a lehodimo a a qhwebeshana, o nyolla mohodi pheletsong tsa lefatshe. ha pula e ena o tsekemisa lehadima, a bulele meya moo a ntsa e kwaletse teng. “Batho bohle ke dithoto, le tsebo ha ba na yona, malala wohle a kgauta a hlabiswa dihlong, a hlabiswa dihlong ke medingwana, medingwana ena ya wona ke ya leshano, medingwana ena ya wona ha e phefumolohe. Ke ntho tsa mafeela, ke ntho tsa ho nyediswa, e tla timela mohla tsatsi la kotlo ya yona. Modimo wa Jakobo ha a tshwane le medingwana, hobane yena ke mmopi wa tsohletsohle, o kgethile Iseraele hore e be tjhaba sa hae: Morena wa mabotho ke lona lebitso la hae.” “O tshukudu ya ka, hlomo sa ka sa ntwa, hobane ka wena ke tla qhemetsaka ditjhaba, ka wena mebuso yohle ke e fedise. Ka wena ke tla qhemetsa pere le mopalami, ka wena ke qhemetse kariki ya ntwa, ke e qhemetse le moqhobi wa yona. Ka wena ke tla qhemetsa monna le mosadi, ka wena ke qhemetse maqheku le ditjharola, ka wena ke qhemetse banana le bashanyana. Ka wena ke tla qhemetsa modisa le mohlape wa hae, ka wena ke qhemetse molemi le dipholo tsa hae, ka wena ke qhemetse babusi le babusisi.” “Ke tla fedisa Babilona le baahi bohle ba yona moo le ntseng le bona, ka baka la diphoso tsohle tseo ba di etseditseng Sione,” ho rialo Morena. “Wena thaba e timetsang ke a o lwantsha, wena ya timetsang lefatshe lohle,” ho rialo Morena. “Ke tla o nanabela ka letsoho la ka, ke o thete, o wele, ke o dihele ka dilomong, ke o tshwantshe le thaba e le lehoko. Lejwe la mantlha le ke ke la nkuwa ho wena, kapa lona lejwa la ho etsa motheo, hobane o tla fetoha nanaola kamehla yohle,” ho rialo Morena. “Phahamisang mokgele le hara naha! Letsang lenaka hara ditjhaba! Hlophisang ditjhaba di futuhele Babilona, le meme mebuso ena e e futuhele: Ararate le Mini le Ashekenase. Kgethang molaodi ya tla e futuhela, le romele dipere tse kang boiyane ba ditsie. Hlophisang ditjhaba di futuhele Babilona, dikgosi tsa Bamede le di meme, le meme babusi le bahlanka ba tsona, le dinaha tsohle tseo ba di busang. Lefatshe le a reketla, le a meneka, Morena o tsitsisitse morero wa hae wa Babilona, morero wa hore naha ya Babilona a e falatse, a e falatse ho se be ya ka phelang ho yona. Bahlabani ba Babilona ba kgaoditse ho lwana, ba haneletse ka diqhobosheaneng tsa bona! Sebete sa bona se se se fedile, ba se ba itshwanela le basadi feela. Diahelo tsa Babilona di tjhesitswe ka mollo, mekwallo ya dikgoro tsa yona e robilwe. Baromuwa ba rongwa ba sa tswa rongwa, maqosa le wona a salana morao, ho isetsa kgosi ya Babilona ditaba: Motse wohle wa yona o so hapilwe! Madiboho a dinoka a hapilwe, diqhobosheane di tuka malakabe, bahlabani bona ba kenwe ke tshabo!” Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: “Morwetsana Babilona, o tshwana le seotlo, ka nako eo ho polwang ka yona, nako ya hore a kotulwe e haufi.” “Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, o mmetsitse, tsohle tsa ka o ikgapetse tsona, a ntshiya ke ka nkgo e lephaka. O mmetsitse jwaloka kgodumodumo, a sasamatsa mpa ya hae ka dimonate tsa ka, a mpusulosa, a ba a nteleka. Baahi ba Sione ba bue, ba re: Botubo boo re tubilweng ka bona, ho hlokofatswa ha mmele ya rona, tsena di ke di wele Babilona hodimo! Baahi ba Jerusalema bona ba re: Bakalatiya ba ke ba otlwe, ba otlelwe madi ao ba a tsholotseng. ” Ka baka leo, Morena o bua tjena: “Bona, ke tla o buella ke be ke o phetetse, mehlodi ya metsi a Babilona ke tla e pshesa, didiba tsa yona di kgaotse ho kopotsa. Babilona e tla ba qubu ya masupi, e fetohe lehae la diphokojwe; e tla fetoha sesomo, e nyedisehe, e be baka seo ho se nang baahi ho sona. “Baahi ba Babilona ba puruma sa ditawana, ba rora sa madinyane a tauhadi. Etlare ba sa halakehetse dijo, ke ba etsetse mokete wa semetletsa, ke ba nwese hore ba be ba tahwe, ba robale, ba roballe ruri, ba kgalehe, ba se hlole ba tsoha,” ho rialo Morena. “Ke tla ba kgannela tlhabong sa dikonyana, ke ba kganne sa diphooko le dipodi.” “Motse wa Babilona ba o hapile! Motse oo fatshe lohle le neng le itlotla ka wona, o fetohile sesomo hara ditjhaba! Lewatle le phuthumanehetse hodima Babilona, maqhubu a lona a befileng a e kwahetse. Metse ya Babilona e ripitlilwe, naha e fetohile sekaka le lehwatata, naha e se nang baahi le batsamai. Ke tla otla Bele, modingwana wa Babilona, tseo a di metsitseng ke mo hlatsise tsona. Tjhaba ha di sa tla hlola di mathela ho yena, marako a Babilona a tla heleha. “Lona tjhaba sa ka, tswang motseng oo, motho ka mong a ke a ipholose, a balehe kgalefo ya Morena, kgalefo e tlokomang. Pelo tsa lona di se ke tsa nyahama, taba tsa bo-fuufu di se ke tsa le tshosa, taba tsa bofuufu tse tletseng hara naha. Jwalokaha dilemo di hlahlamana, tsa bofuufu le tsona di a hlahlamana; naha e ferekantswe ke moferefere, babusi le bona ba a suthisana. Ka baka leo, nako e tla fihla, nako ya hore ke otle medingwana ya Babilona; naha yohle ya Babilona e tla ripitlwa, babolauwa ba yona ba rapalle kahohle ho yona. Lehodimo le lefatshe le tsohle tse ho lona, di tla bina, di thabele ho hlolwa ha Babilona, hobane batupi ba tla e futuhela, ba e futuhele ba etswa Leboya,” ho rialo Morena. “Ka baka la Baiseraele bao e ba bolaileng, Babilona le yona e tla hlolwa, jwaloka babolauwa ba lefatshe lohle, ba bolailweng ka baka la Babilona,” ho rialo Morena. “Lona ba phonyohileng sabole, tsamayang, le se ke la dikadika! Hopolang Morena le le naheng e hole, le nahane le yona Jerusalema.” “Re dihlong, hoba re utlwile tse re nyatsang, fahleho tsa rona di aparetswe ke maswabi; hoba baditjhaba ba kene dibakeng tse halalelang, ba kene ka Sehalalelong sa Tempele ya Morena.” “Ka baka leo, bonang, matsatsi a a tla,” ho rialo Morena, “ao ka wona ke tla otla medingwana ya bona, hara naha yohle mahlatsipa a tla dumaela. Leha Babilona e ka nyolohela lehodimong, ya sireletsa marako a qhobosheane tsa yona, ke tla e romela batupi ba e futuhele,” ho rialo Morena. “Dillo tsa mahlomola di hlaha Babilona, ho utlwahala medumo ya koduwa e kgolo, koduwa e tswang naheng ya Bakalatiya. Morena o timetsa Babilona, o fedisa lerata le leholo motseng; ba e futuhetseng ba hwasa sa metsi a lewatle, ho utlwahala mokgosi wa bona wa ntwa. Batupi ba etseditse Babilona lelobelo, bahlabani ba yona ba ba thopile, diqha tsa bona tsohle di robehile, hobane Morena ke Modimo ya phetetsang, o tla ba lefeletsa ka ho tlala. Baetapele ba yona le bahlalefi ke tla ba tahisa, ke tahise babusi le balaodi le bahlabani. Ba tla robala, ba roballe ruri, ba kgalehe, ba se hlole ba tsoha,” ho rialo Kgosi, eo bitso la yona e leng Morena wa mabotho. Morena wa mabotho o bua tjena: “Rako le leholo la Babilona le tla heletswa, kgoro tsa yona tse phahameng di tjheswe ka mollo; setjhaba sena se sebeleditse lelea, mesebetsi ya sona e fella malakabeng!” Ona ke molaetsa oo Jeremia a neng a o nee molaodi Seraya, mora wa Neriya, setloholo sa Maasiya, ha a ne a eya Babilona, a ena le Sedekiya, kgosi ya Juda, ka selemo sa bone sa puso ya Sedekiya. Dikoduwa tsohle tse tla hlahela Babilona, Jeremia o ne a di ngotse bukeng, tsohle tse neng di ngotswe malebana le Babilona. Jeremia a re ho Seraya: “Ha o fihla Babilona, hlokomela hore mantswe wohle o a bale. Jwale wena o re: Oho, Morena, o itse o tla timetsa sebaka sena, e le hore ho se be motho ya ka phelang ho sona, kapa phoofolo, se tle se fetohe nanaola ya kamehla yohle. Ha o qeta ho bala buka ena, o e tlamelle lejweng, ebe o e betsetsa kahara noka ya Euferatese. Jwale o re: Ka mokgwa o tjena, Babilona e tla teba, e ke ke ya hlola e bitoha hape, ka baka la koduwa eo ke tla e dihela hodima yona. Baahi ba yona ba tla kgathala. ” Mantswe a Jeremia a fella mona. Sedekiya o ne a ena le dilemo tse mashome a mabedi a motso o mong ha a qala ho busa, mme a busa ka dilemo tse leshome le motso o mong, a le Jerusalema. Lebitso la mmae e ne e le Hamutale, moradi wa Jeremia, eo hahabo e neng e le Lebena. Sedekiya a etsa bobe mahlong a Morena. A latela tsohle tseo Jehoyakime a neng a ile a di etsa. Morena a halefela baahi ba Jerusalema le ba Juda, hoo a qeteletseng a ba lelekile kapele ho sefahleho sa hae. Yaba Sedekiya o fetohela kgosi ya Babilona. Ka letsatsi la leshome la kgwedi ya leshome, ka selemo sa borobong sa puso ya Sedekiya, Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, a futuhela Jerusalema ka mabotho a hae wohle, a fihla a hloma pela motse. Ba haha diqhobosheane ho o potapota. Motse oo wa etsetswa thibella ho fihlela ka selemo sa leshome le motso o mong sa puso ya kgosi Sedekiya. Ka letsatsi la borobong la kgwedi ya bone, selemong sona seo, ha tlala e ne e se e le kgolo hara motse, hoo setjhaba sa naha eo se neng se se se hloka le thathana ya bohobe feela, baahi ba motse ba phunya dikgeo marakong. Bahlabani bohle ba baleha bosiu, ba tswa ka kgoro e pakeng tsa marako a mabedi, e pela tshimo ya kgosi. Ba nka tsela e lebang phuleng. Bakalatiya ba ne ba ntse ba potapotile motse oo. Bahlabani ba Bakalatiya ba phaladisa kgosi Sedekiya, ba mo tshwara ha a le diphuleng tsa Jeriko. Bahlabani bohle ba kgosi ba e qhalanela, ya sala e le inotshi. Yaba Bakalatiya ba tshwara kgosi Sedekiya, ba mo isa ho kgosi ya Babilona, yona e le Ribela, naheng ya Hamate, moo ba ileng ba mo ahlolela hona teng. Hona moo Ribela, kgosi ya Babilona ya bolaya bara ba Sedekiya moo a ntseng a ba shebile, ya ba bolaya le balaodi bohle ba Juda. Sedekiya yena ba mo honya mahlo, ba mo tlama ka mahlaahlela a lethose, a iswa Babilona, moo a ileng a kenngwa tjhankaneng teng ho fihlela letsatsi la lefu la hae. Ka letsatsi la leshome la kgwedi ya bohlano, e leng ka selemo sa leshome le metso e robong sa puso ya Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, Nebusaradane, molaodi wa balebedi, e leng mohlanka wa kgosi ya Babilona, a tla Jerusalema. Nebusaradane a tjhesa Tempele ya Morena, le ntlo ya kgosi, le matlo wohle a Jerusalema, le matlo wohle a banna ba mabitso. Bahlabani bohle ba Bakalatiya, ba neng ba ena le molaodi wa balebedi, ba heletsa marako a potapotileng Jerusalema. Jwale Nebusaradane, molaodi wa balebedi, a thopa batho ba neng ba setse motseng, le baphaphathehi ba ileng ba ineela ho kgosi ya Babilona, le masalla a ditsebi tsa mosebetsi wa matsoho. Nebusaradane a siya mafutsana a naha eo hore a leme masimo a morara le masimo a dijo. Ditshiya tsa lethose, le ditshehetso tsa tsona, le tanka ya lethose eo baprista ba tollang ka ho yona, tsena di ne di le ka Tempeleng ya Morena, mme Bakalatiya ba di pshatla, ba nka lethose la tsona, ba le isa Babilona. Dipitsa le dikgarafu, le ditimamabone le dikgaba, le dintho tsohle tse entsweng ka lethose, tseo ho neng ho sebeletswa ka tsona, ba di nka. Molaodi wa balebedi a nka le dipane le dikotlolo, le dipitsa le didulwana tsa mabone, le dikgaba le mehope, le dintho tse ding tse entsweng ka kgauta le ka silefera. Boima ba lethose lohle le entseng ditshiya tse pedi, le tanka eo baprista ba tollang ka ho yona, le ditshehetso tseo kgosi Solomone a neng a di etseditse Tempele ya Morena, bo ne bo ke ke ba lekanngwa. Bophahamo ba tshiya e le nngwe e ne e le dimethara tse robedi, bolelele ba ho e potapota e le dimethara tse hlano, morumo wa yona e le dimilemethara tse mashome a supileng a metso e mehlano, mme kahare e le phala. Kahodima yona ho ne ho ena le kotola ya lethose, bophahamo ba yona e ka ba methara le halofo. Moqhaka wa yona, le dikgarenate tse potapotileng kotola, kaofela di ne di entswe ka lethose. Le tshiya ya bobedi e ne e tshwana le ena ya pele ka mokgabiso. Ho ne ho ena le dikgarenate tse mashome a robong a metso e tsheletseng ka lehlakoreng le leng le le leng, mme dikgarenate kaofela tse potapotileng kotola di ne di le lekgolo. Molaodi wa balebedi a thopa Seraya, Moprista e Moholo, le Sofonea, letsoho la Moprista e Moholo, le balebedi ba bararo ba monyako wa Tempele. Hona motseng moo, a ba a thopa molaodi ya neng a okametse bahlabani, le banna ba supileng, bao e neng e le baeletsi ba kgosi, a thopa le mongodi e moholo eo e neng e le molaodi wa mabotho, ya neng a hlabela setjhaba sa naha eo mokgosi, le banna ba mashome a tsheletseng ba baahi ba naha eo, bao a ba fumaneng ba ntse ba le moo motseng. Nebusaradane, molaodi wa balebedi, a thopa batho bana, a ba isa Ribela, ho kgosi ya Babilona. Kgosi ya Babilona ya ba kgakgatha, ya ba bolaela hona moo Ribela, naheng ya Hamate. Yaba ka mokgwa o jwalo Bajuda ba ntshwa naheng ya bona. Ena ke palo ya batho bao Nebukadenesare a ileng a ba thopa: Ka selemo sa bosupa sa puso ya hae ya eba Bajuda ba dikete tse tharo le mashome a mabedi a metso e meraro. Ka selemo sa leshome le metso e robedi sa puso ya hae a thopa batho ba makgolo a robedi le mashome a mararo a metso e mmedi, e le batho ba tswang Jerusalema. Ka selemo sa mashome a mabedi a metso e meraro sa puso ya Nebukadenesare, Nebusaradane, molaodi wa balebedi, a thopa Bajuda ba makgolo a supileng le mashome a mane a metso e mehlano; kaofela ya eba batho ba dikete tse nne le makgolo a tsheletseng. Ka letsatsi la mashome a mabedi a metso e mehlano, ka kgwedi ya leshome le metso e mmedi, selemong sa mashome a mararo a metso e supileng, sa ho kenngwa tjhankaneng ha Jehoyakine, kgosi ya Juda, Efile-Merodake, kgosi ya Babilona, a qala ho busa. A hauhela Jehoyakine, kgosi ya Juda, a mo lokolla tjhankaneng. Efile-Merodake a mo tshwara hantle, a mo nea hlompho e fetang eo a neng a e nea dikgosi tse ding tseo a di thopileng. Jehoyakine a hlobola diaparo tseo a neng a di apara ha a le tjhankaneng, a jela tafoleng e le nngwe le kgosi ka matsatsi wohle a ho phela ha hae. Ka letsatsi le leng le le leng kgosi ya Babilona ya mo nea tjhelete ya ho iphedisa, ho fihlela a eshwa. Motse o neng o diila batho kahohle, kajeno o bodutu hakaakang! O ne o le moholo hara ditjhaba, kajeno o fetohile mohlolohadi! E ne e le mofumahadi hara ditjhaba kajeno o fetohile lekgabunyane! Jerusalema o lla sa mmokotsane bosiu, keledi di keleketla marameng a hae. Hara baratuwa bohle ba hae, ha ho le ya mong ya mo tshedisang. Metswalle ya hae yohle e mo ekile, metswalle e fetohile dira tsa hae. Ka baka la ditlhoriso le ho sebediswa ka thata, Juda e isitswe bothopuweng. Juda e phela kahara baditjhaba, e hloka le sebaka sa ho phomola. Bahlorisi ba yona bohle ba e tsomeditse, ba e tsometsa e le makaqabetsing. Tsela tsa Sione di se di le bodutu, hoba ha ho ya tlang meketeng e halalelang. Kgoro tsa Sione tsohle ha di na batho, baprista ba yona ba qetwa ke mefehelo, barwetsana ba yona ba matshwenyehong. Sione e tlokotsing tse bohloko haholo. Ba lwantshang Sione e se le babusi ba yona, dira tsa yona di dutse ka boiketlo. Morena o tliseditse Sione matshwenyeho, ka baka la dibe tsa yona bongata. Bana ba yona ba isitswe bothopuweng, ba thopilwe ke ba neng ba ba lwantsha. Botle bohle bo se bo hlakohile, bo hlakohile ho Moradi wa Sione; mahosana a hae a ka dikgama, a ka dikgama di sitwa ho fumana lekgulo; di baleha di se di kenwe ke mokgathala, di baleha bamanakisi ba tsona. Nakong ya matshwenyeho a yona le ya ho lelera, Jerusalema e hopola matlotlo, matlotlo a yona wohle, ao e ne e le a yona mehleng ya kgalekgale. Ha tjhaba sa yona se wela matsohong a dira, ha ho a ba le ya kileng a e thusetsa. Dira tsa yona di ile tsa e sheba, tsa etsa metlae ka ho timetswa ha yona. Jerusalema e sitilwe haholo, ka baka leo, e silafetse, bohle ba neng ba e hlompha, ba a e nyedisa, ba e nyedisa hobane ba e bonetse. E, Jerusalema e qetwa ke mefehelo, e a reteleha, e ipata sefahleho. Tshila tsa Jerusalema di kgomaretse, di kgomaretse aparong tsa yona, ha e a ka inahanela pheletso ya yona. Ho wa ha yona e bile ho makatsang, ha ho a ba le ya mong ya e tshedisang. “Oho, Morena, ako bone matshwenyeho a ka, sera ke sena kajeno se a ithorisa!” Sera se nanabeditse letsoho la sona, sa le nanabetsa, sa nka maruo wohle a yona; Jerusalema e bone baditjhaba ba kena, ba kena ka Sehalalelong sa yona, bona bao o neng o laetse, o itse ba se kene phuthehong ya hao. Tjhaba sohle sa yona se qetwa ke mefehelo, se fehelwa ha se ntse se sikila bohobe; matlotlo a sona se a ananya dijo, hore se nne se tsebe ho phela. “Oho, Morena, ako tadime, o be o bone; bona kamoo ke nyedisehang kateng!” “Lona bohle, bo-mofeta-ka-tsela, na hoo ha ho re letho ho lona? Qamakang kahohle le ke le bone: Na matshwenyeho a tshwanang le a ka a teng, matshwenyeho ao ke otlilweng ka wona, ao Morena a a theoletseng hodima ka, mohla tsatsi la kgalefo e tlokomang ya hae? Morena o rometse mollo o theoha hodimo, wa nkena masapong, wa tjhatjhametsa; maotong a ka o tjhehile leraba, a etsa hore ke be ke kgutle, ke kgutle ka santhao. O nkentse hore ke sale ke le inotshi, o ntjesa bodutu kamehla yohle. “Dibe tsa ka tsohle Morena o a di tseba, ka tsoho la hae a di loha, tsa etsa thapo, molaleng wa ka a di tlama jwaloka joko, boima ba tsona ba mphokodisa haholo. Morena o neelane ka nna ho dira tsa ka, a nnea bao nke keng ka ba lwantsha. Dinatla tsa ka tsohle tse neng di mpotile, kaofela ha tsona Morena o di phetshetse; o mmemetse lebotho ho tla mphutuhela, le mphutuhele, tjhatjha ya ka le e pidile. Morena o tlabiketse morwetsana, Moradi wa Juda, a mo tlabikela sa morara setlhotlelong. “Ke ka baka la tsona ke llang, mahlo a ka a keleketla dikeledi, hobane motshedisi wa ka o hole le nna, yena ya neng a ka kgatholla moya wa ka. Bana ba ka ba setse ba itlhophere, hobane nna ke hlotswe ke sera sa ka.” Sione e phakaladitse matsoho a yona, empa ya ka e tshedisang yena ha a yo. Malebana le Jakobo, Morena o entse taelo: Dira tsa hae di mo etsetse sakana-la-nkope. Jerusalema e fetohile manyala, Jerusalema e silafetse. “Morena yena o lokile, hobane ke fetohetse molao wa hae. Lona ditjhaba tsohle, mmameleng! Tadimang, le bone matshwenyeho a ka! Thwetsana ya ka le tlhankana ya ka, kaofela ha bona ba isitswe bothopuweng! Ke ipileditse ho baratuwa ba ka, empa ke bona ba ileng ba nkeka. Baprista le baetapele ba ka ba shwele, ba shweletse diterateng tsa motse, ba eshwa ba ntse ba sikila bohobe, hore ba tle ba tsebe ho iphedisa. Oho, Morena, bona ke tsielehile! Moya wa ka o ferekane haholo! Pelo ya ka e tshwenyehile haholo, hobane ke o fetohetse haholo! Diterateng sabole e a bolaya, ka matlung ho nkga lefu feela! Batho ba utlwile mefehelo ya ka, empa ha ho na motho ya ntshedisang. Dira tsa ka tsohle di utlwile tsietsi ya ka, di nyakaladitswe ke ketso ena ya hao. Potlakisa tsatsi le boletsweng ke wena, dira tsa ka di tle di tshwane le nna. Bokgopo ba dira tseo bo pepesehe ho wena, le tsona kotlo ya tsona di e fumane, o di otle jwalokaha le nna o nkotlile, o nkotla ka baka la dibe tsa ka tsohle. Mefehelo ya ka e mengata haholo, pelo ya ka le yona e nyahame.” Bonang kamoo Morena a halefileng kateng! O sithabeditse Sione ka leru le letsholetsho! Tlotla ya Iseraele o e lahletse fatshe, a e lahlela fatshe e theoha lehodimong. Mohla tsatsi leo la kgalefo ya hae, ha a a ka a hopola bonamelo ba maoto a hae. Morena o timeditse diahelo tsa Jakobo, a di timetsa kaofela, mohau a se na wona; qhobosheane tsa Moradi wa Juda a di ripitla, a di ripitla, kgalefo ya hae e ntse e tlokoma; mmuso wa teng a o tlontlolla, a o tlontlolla le babusi ba wona. Naka la Iseraele o le robile, a le roba kgalefo ya hae e tlokoma; tsoho la hae le letona, le matla, a le honyetsa ha sera se futuha. A halefela Jakobo sa mollo o malakabe, o malakabe, o timetsang kahohle. O hutse seqha sa hae jwaloka sera, o eme sa mohlabani, tsoho le letona le phahame; bohle ba kgahlang mahlo a ba bolaya. Kgalefo ya hae e tukang malakabe, a e theolela hodima tente ya Sione. Morena o ka sera sa rona, Iseraele o e ripitlile, a ripitla matlo wohle a dikgosi tsa yona. Qhobosheane tsa yona a di heletsa, a atisa bofifi le dillo tsa Moradi wa Juda. O runtsolotse Tempele ya hae, a e runtsolla sa lephephe tshimong, sebaya sa hae sa diphutheho a se ripitla. Morena o entse hore Sione e lebale, e lebale matsatsi a mekete, e lebale le Disabatha; ha kgalefo ya hae e tuka malakabe, a nyedisa kgosi le yena moprista. Morena o lahlile aletare ya hae, Sehalalelo sa hae le sona a se furalla; marako a matlo a kgosi tsa Sione o neelane ka wona matsohong a dira; ka tlung ya Morena dira di entse lerata, lerata le kang la mohla tsatsi la mokete. Morena o sa entse qeto ya ho heletsa, ya ho heletsa marako a Moradi wa Sione; kgwele ya ho lekanya o se a e otlolotse, ha a a ka a honyetsa tsoho la hae ha le timetsa. A etsa hore metero le marako di lle, bobedi ba tsona a di heletsa. Dikgoro tsa Sione di kwahetswe ke mobu, mekwallo ya tsona o e robakile dikotwana; kgosi le mahosana ke bathopuwa hara baditjhaba, ke bathopuwa ba leng moo ho sa rutweng Molao; baporofeta ba Sione ha ba sa bona dipono, pono tse tswang ho Morena. Baholo ba Jerusalema ba ituletse fatshe, ba ituletse fatshe ba kgutsitse, ba kgutsitse ba se na puo; ba itshetse ka lerole hodima dihlooho, mmeleng ya bona ba apere tse mahwashe, barwetsana ba Jerusalema ba inametse fatshe. Mahlo a ka a foufaditswe, a foufatswa ke dikeledi, moya wa ka o ferekane haholo, bohloko ba pelo ya ka bo tsholohela fatshe, ka baka la ho timetswa ha setjhaba sa heso, ka baka la ho timetswa ha bana le masea, ba timetswa ba le diterateng tsa motse. Bana ba llela bo-mma bona, ba re: “Dijo di hokae, dino tsona di hokae?” Ba rialo ba akgeha sa batho ba mahlatsipa, ba akgeha ba le diterateng tsa motse, bophelo ba bona bo fela kahanyane, bo fela bo-mma bona ba ba sikile ka matsoho. Ke ntho efe eo nka o pakelang ka yona? Ke ntho efe eo nka o tshwantshang le yona? Ka o tshwantsha le yona, wena Jerusalema? Nka o lekanya le eng, ke tle ke o tshedise? Ke tshedise wena, Moradi wa Sione, Moradi wa Sione wa morwetsana? Botebo ba leqeba la hao bo ka ba lewatle! Ke mang ya ka tsebang ho o phekola? Dipono tse bonweng ke baporofeta ba hao e ne e le tsa leshano, tse se nang thuso; ha ba a ka ba o senolela sebe sa hao, hore ba o fapose bothopuwa ba hao. Ba ile ba o bolella dipono tsa bohata, dipono tse ileng tsa o thetsa, tsa o kgelosa. Bo-mofeta-ka-tsela ba opa diatla, ba opa diatla ha ba o bona; ba letsa molodi, dihlooho ba a di thukutha, ba soma Moradi wa Jerusalema, ba re: “Na motse oo ke wona o no le motlemotle, o no thabisa lefatshe lohle?” Dira tsa hao di o bebenyetsa melomo, di a o soma, di o tsikitlanyetsa meno, di re: “Re timeditse Jerusalema! Lena ke lona tsatsi leo esale re le emela, le fihlile, re bile re le bone!” Morena o entse seo a neng a se rerile, polelo tsa hae o di phethahaditse, polelo tse neng di bolelwe mehleng ya kgale; o o timeditse a se na mohau, a etsa hore o tlakwe ke dira tsa hao, ba o lwantshang a ba matlafatsa. Pelo tsa setjhaba di ipiletsa ho Morena, wena Jerusalema, Moradi wa Sione, keledi tsa hao a di ke di phalle jwaloka noka, di phalle motsheare, di phalle le bosiu; o se ke wa ipha sebaka sa ho phomola, mahlo a hao le wona a se ke a phomola. Tsoha, o howeletse hara bosiu, o howeletse ha balebedi ba qala ho santela; tse ka pelong ya hao o di tsholle jwaloka metsi, o di tshollele kapele ho Morena. Phahamisa matsoho a hao, o a phahamisetse ho Morena, o a phahamise ka baka la bana ba hao, bana ba hao ba bolawang ke tlala, e ba bolaya hara diterata tsohle. “Oho, Morena, bona, ako inahane: Eo o kila mo etsa tjee ke mang? Na basadi ba lokela ho ja masea a bona, ba je bana bao ba ba hodisitseng? Na moprista le moporofeta ba lokela ho bolawa, ba bolaelwa ka Sehalalelong, Halalelong sa Morena? Batjha le maqheku ba rapaletse mmoho, ba rapaletse diterateng, ba rapaletse hara lerole; bahlankana le barwetsana ba ka ba shwele, ba eshwa ke ho bolawa ka sabole. O ba bolaile mohla o no halefile, wa ba bolaya le mohau o se na wona. O bitsitse dira tsa ka ka nqa tsohle, wa di bitsa eka o di bitsetsa moketeng. Ka tsatsi leo o no halefile ka lona, Morena, ha ho le ya mong ya kila phonyoha, ha ho le ya mong ya kila sala! Bao ke ba otlileng, ka ba hodisa, bohle ba timeditswe ke sera sa ka!” Ke nna motho ya tsebang matshwenyeho, ke otlilwe ka thupa ya Morena, Morena a halefile. O nkgothomeditse, a re ke tsamaye, ke tsamaye lefifing, e seng leseding. Ruri o nkotlile ka letsoho la hae, a nkotla a bile a phetella, a nkotla letsatsi lohle. Letlalo la ka o le tlatsitse dibabetsi, masapo a ka o a swahlamantse. O nketseditse sakana-la-nkope, a nkopela ka mahlomola le ka ditsietsi. O mpeile fifing le letsholetsho, ke jwaloka bafu ba kgalekgale. O ntinkeditse hoo nke ke be ka phonyoha, a ntlama ka mahlaahlela a lethose a boima. Leha ke bokolla, ke batla thuso, thapelo ya ka ha a e mamele. O thibetse mmila wa ka ka kakawe tsa majwe, tsela ya ka o e kgopamisitse. Morena o ntaletse jwaloka bere, a ntalla sa tau e le ka letsabeng. O nkgelositse tseleng ya ka, a ntsekolla, a ntshiya moo ke hloka mothusi. A hula seqha sa hae, a fula, a nketsa sekgopi sa metsu ya hae. O hlabile diphiyo tsa ka ka metsu, metsu e tswang sehlajweng sa hae. Tjhabeng sa heso ke fetohile sesomo, se nteola ka dipina letsatsi lohle. O ntlopile tse babang sa leshokgwa, a ba a ntlopa le lona lengana. O nthobile meno ka ho ntjesa lehlohlojane, a mpudukanya hodima molora. Pelo ya ka o e amohile kgotso, le boiketlo ha ke sa bo tseba. Yaba ke re: “Matla a ka a se a mpheletse, tseo ke di tshepetseng Morena di se di fetile!” Ke hopola matshwenyeho a ka le ditsietsi tsa ka, ho nna ke lengana le leshokgwa le babang! Pelo ya ka e di hopola kamehla, e nyahame ka sefubeng sa ka. Tsena ke sa ntsane ke di hopola, kahoo ke sa ntsane ke ena le tshepo. Ka baka la lerato la Morena, rato le sa feleng, ha re a ka ra ba ra timela, mehauhelo ya hae ha e eso ka e kgaotsa; hoseng ho hong le ho hong e a ntjhafala, botshepehi ba hae bo boholo haholo! Ka pelong ya ka nna ke re: “Morena ke yena kabelo ya ka, kahoo ke itshepetse yena feela.” Morena o molemo ho bohle ba mo tshepang, o molemo ho bohle ba mmatlang. Ho molemo ha motho a eba le letshepa, a lebella ka mamello hore Morena a mo pholose. Ho molemo ha motho a jara joko ena, a e jara nakong ya botjha ba hae. A dule a le mong, a dule a kgutsitse, hobane o e jarisitswe ke Morena. A obamele fatshe ho hlompha Morena, mohlomong thuso e ka nna ya mo hlahela. A se ke a thibela ya mo jabelang lerama, a mamelle mahlapa wohle a mo tlelang. Morena ha a ke be a lahle batho, ha a ke a ba lahlela molahlelaruri! Leha a tlisa maswabi, o utlwela bohloko, ka baka la boholo ba mehauhelo ya hae. Hase hore ho hlokofatsa batho o a ho thabela, kapa hona ho ba tlisetsa maswabi. Ho hatakela batshwaruwa ka leoto, batshwaruwa bohle ba teng lefatsheng; ho hanela motho ka tokelo tsa hae, ha motho a le kapela Ya Hodimodimo; ho sokamisa toka ka makgotleng, na tsee tsohle Morena ha a di bone? Ya ka bolelang ntho, ya etsahala, ke mang, haeba ntho eo e sa laolwa ke Morena? Na tse bohloko le tsona tse monate ha di tswe ho Ya Hodimodimo? Kahoo motho a ka belaetswa ke dife, ha motho a otlelwa dibe tsa hae? A re hlahlobeng tsela tsa rona, re di lekole, ebe re boela re kgutlela ho Morena. A re phahamiseng dipelo le matsoho a rona, re di phahamisetse ho Modimo, Modimo ya mahodimong, re re: “Re sitilwe, ra ba ra kweneha, wena Morena ha o a re tshwarela. “O re phaladisitse o halefile haholo, wa re bolaya o sa re hauhele. O ikgurumeditse ka leru, o ipatile, hore thapelo tsa rona di se fihle ho wena. O re entse hore re be mahohodi, re be thotobolo hara baditjhaba. Dira tsa rona tsohle di re bebenyetsa melomo, di a re swenyetsa. Re tshwerwe ke tshabo, leraba le re kgatile, re fihletswe ke tshenyeho, re fihletswe le ke timelo.” Mahlo a ka a phorosela dikeledi, di phorosela sa metsi a nokana, ka baka la ho timetswa ha setjhaba sa heso. Mahlo a ka a tla keleketla dikeledi, di keleketle motjha-o-tjhele, di sa kgaotse, di keleketle jwalo, mahlo a sa phomole, ho fihlela Morena a tadima fatshe, a tadima a le lehodimong, mme a re bona. Ke utlwiswa bohloko ke seo ke se bonang, ka baka la basadi ba motse wa heso. Ke phaladisitswe ke dira tsa ka ho se lebaka, tsa mphaladisa sa ha ho phaladiswa nonyana. Di nkakgetse ka mokoting ke ntse ke phela, molomo wa mokoti tsa o kwala ka lejwe. Metsi a phophoma hodima hlooho ya ka, ka ba ka re: “Jwale ke kgatheng la ho timela!” Ka bitsa lebitso la hao, wena Morena, ka le bitsa ke le botebong ba mokoti, tlase. Wa utlwa lentswe la ka ha ke ne ke re: “Se thibe tsebe ya hao ha ke fehelwa, ha ke fehelwa ke bile ke ipiletsa.” Wa atamela ho nna ha ke ipiletsa, wa re ho nna: “O se ke wa tshaba!” Ha ke ne ke qoswa o ila nkemela, Morena, yaba bophelo ba ka o a bo pholosa. O bone kamoo ke tujwang kateng, ako nkahlolele ka toka, Morena! Boiphetetso ba bona bohle o bo bone, le mano wohle ao ba ntherelang wona. Nyefolo tsa bona o di utlwile, Morena, le mano wohle ao ba ntherelang wona; dipuo tsa bao e leng dira tsa ka, merero eo ba ntherelang yona letsatsi lohle. Esita ba eme, esita ba dutse, ka nako tsohle nna ke pina ya bona! Ba otlele diketso tsa bona, Morena, ho ya ka mesebetsi ya matsoho a bona. Ako thatafatse dipelo tsa bona, thohako ya hao e ba wele hodimo! Ba hlorise, o ba timetse kgalefong ya hao, o ba timetse, o be o ba fedise, o ba fedise tlasa mahodimo a hao. Kgauta e phatsimang e fifetse hakaakang! Kgauta e hlwekileng e silafetse hakaakang! Majwe a bohlokwa a qhalane kahohle hukung tsa diterata tsohle! Bara ba Sione, mokgetho o kgabane, bara bao bohlokwa ba bona e ne e ka ba kgauta, kajeno ba tshwana le pitsa tsa letsopa, ntho tse entsweng ke matsoho a sebopi! Phokojwe le tsona di ye di nyantshe, di ye di nyantshe madinyane a tsona; empa tjhaba sa heso se sehloho haholo, se tshwana le dimpshe tsa lehwatata! Leme la lesea le kgomarela mahalapeng, le kgomarela teng ka baka la lenyora; ba banyenyane ba sikila bohobe, empa ha ho ya ba neang le sengwathwana. Ba kileng ba phela ka dimenyemenye, ba bolawa ke tlala hara diterata; ba neng ba apara tse mabokoboko, kajeno ba paqame dithotobolong. Kotlo ya tjhaba sa heso e kgolo haholo, ho feta le ya Sodoma, e neng e timetswe ka ho panya ha ntshi, e sa timetswe ke letsoho la motho. Mahosana a ne a phatsima ho feta lehlwa, bosweu ba wona bo feta le ba lebese, mmele e le mesehla ho feta mabenyane, bokgabane ba wona e ka ba majwe a safire. Empa kajeno botsho ba wona bo feta ba mowa, le diterateng ha a sa tsejwa ke batho; letlalo la wona le manne hodima masapo, le omeletse, le se le ka lehong. Ho lehlohonolo ba bolailweng ka sabole, ba lehlohonolo ho feta ba bolawang ke sekoboto, ba fellang dikobong ho fihlela ba eshwa, ka baka la ho hloka tse behwang ke naha. Basadi ba nang le motlopotlo wa ho tswala, ka matsoho a bona ba apeha bana ba bona; ba ba apeha, ya eba dijo tsa bona, nakong ya ha tjhaba sa heso se timetswa. Morena o phethahaditse tsa kgalefo ya hae, bohale bo tlokomang ba hae o bo hlatsitse. O hoteditse mollo motseng wa Sione, wa tjhesa metheo ya motse wa Sione. Dikgosi tsa lefatshe di ne di sa kgolwe, le baahi bohle ba lefatshe ba sa kgolwe, hore kgoro tsa motse wa Jerusalema di ka kenwa, tsa kenwa ke sera, tsa kenwa ke mofutuhi! Di kenwe ka baka la dibe tsa baporofeta ba wona, ka baka la makgopo a baprista ba wona, ba tsholotseng madi a ba lokileng, ba a tsholla hara motse wa Jerusalema. Ba nnile ba lelera sa banna ba difofu, ba lelera hara diterata tsa motse; ba itshilafaditse ka madi haholo, hoo ho seng ya ka amang diaparo tsa bona. “Suthang, le silafetse!” ho rialo setjhaba, “Suthang! Suthang! Le se ke la re ama!” Leha ba lelera hara baditjhaba, ha ho na moo ba fumaneng tjako teng! Morena ka sebele o ba qhalantse, ha a ka ke a hlola a sa ba tsotella. Dira di roletse baprista hlompho, baholo ba setjhaba ha di sa ba natsa. Re tonne mahlo ra ba ra kgathala, ra lebella thuso, ra se ke ra e bona! Re lebeletse re le hodima ditora, ra lebella tjhaba se sitwa ho re pholosa! Dira di disitse metsamao ya rona, re sitwa le ho tsamaya diterateng tsa rona. Bofelo ba rona bo se bo atametse, ditshiu tsa rona di se di badilwe, bofelo ba rona bo se bo fihlile. Baphaladisi ba rona ba lebelo haholo, ba lebelo le ho feta dintsu di fofa; ba re phaladisitse hodima dithaba, ba re lalla hara lehwatata. Motlotsuwa wa Morena, eo re phelang ka yena, o ila wela mameneng a bona; yena eo re neng re bua ka yena, re re: “Tlasa moriti wa hae re tla phela hara baditjhaba!” Thabang, le nyakalle, lona baahi ba Edomo, lona ba ahileng naheng ya Use, le lona nyakallang! Senwelo sena se tla fetisetswa ho lona, le tahwe, le tsole, le sale le le feela! Wena Sione, kotlo ya hao e tla fela, ha o ka ke wa hlola o iswa bothopuweng. Empa wena Edomo, o tla otlelwa bokgopo ba hao, dibe tsa hao Morena a di senole. Morena, ako hopole tse re wetseng hodimo! Ako tadime, o bone sekgobo sa rona! Naha ya rona e hapilwe ke baditjhaba, melata e ikabile ka malapa a rona. Re dikgutsanyana, bo-ntata rona ba shwele, bo-mma rona ba fetohile bahlolohadi. Re nwa metsi a rekwang ka tjhelete, patsi re e fumana ka ho e reka! Baphaladisi ba rona ba re hateletse melala, re sebetsa ka thata, phomolo ha re e fumane. Ra ipea tlasa Egepeta le Asiria, re tle re tsebe ho fumana bohobe. Bo-ntata rona ba entse dibe, mme ba shwele, rona re ahlolelwa makgopo a bona. Makgoba a fetohile babusi ba rona, ha ho ya re namolelang matsohong a wona. Re fumana dijo re okametswe ke lefu, ka baka la sabole e lehwatateng. Letlalo la rona le ntshofetse sa sebopi, ka baka la ho phela hara sekoboto. Ba ile ba beta basadi ba Sione, ba beta le barwetsana ba metse ya Juda. Mahosana a ile a tshwarwa, a fanyehwa, baholo ba setjhaba ba rolelwa hlompho. Bahlankana ba sebetsa ka thata, ba a sila, bashanyana ba sudubana tlasa mangata a patsi. Maqheku ha a sa dula kgorong ya motse, batjha ba kgaoditse ho letsa makodilo. Thabo ya pelo tsa rona e fedile, metjeko ya rona e fetohile bofifi. Meqhaka e wele hloohong tsa rona, re madimabe, hobane re sitilwe. Ka baka la tsena pelo tsa rona di nyahame, ka baka la tsena mahlo a rona a fifetse. Kahobane thaba ya Sione e le feela, phokojwe di nyanyaka hara masupi a yona. Wena Morena, o busa kamehla yohle, terone ya hao e hlomamiseditswe meloko yohle. Ke ka baka lang o re lebalang kamehla? Ke ka baka lang o re furallang halelele? Re kgutlisetse ho wena Morena, re tla kgutla, ntjhafatsa tshiu tsa rona di be jwaloka pele. Kapa ebe o so re lahletse ruri? Kgalefo ya hao ha e sa na moedi? Ka letsatsi la bohlano la kgwedi ya bone selemong sa mashome a mararo, ha ke le hara bathopuwa pela noka ya Kebare, ke ile ka bona mahodimo a buleha, yaba ke bona dipono tsa Modimo. Ka letsatsi la bohlano la kgwedi, e leng selemo sa bohlano kgosi Jehoyakine a thopilwe, lentswe la Morena la fihla ho moprista Esekiele, mora wa Busi, a le pela noka ya Kebare, naheng ya Bakalatiya, yaba matla a tswang ho Morena a a mo tsukutla. Ha ke tadima ka bona sefefo se hlaha leboya, e le leru le leholo le tsekemang lehadima, le potapotilweng ke kganya. Bohare ba lona bo ne bo tshwana le lethose le hlenneng ke mollo. Hara sefefo seo ho ne ho ena le ho kang dibopuwa tse nne, tse phelang. Sebopeho sa tsona se ne se tshwana le sa motho, empa se seng le se seng sa dibopuwa tsena se ne se ena le difahleho tse nne, le mapheo a mane. Meomo ya tsona e ne e otlolohile; bohato ba maoto a tsona bo ka tlhako ya namane. A ne a phatsima jwaloka lethose le hlakodisitsweng. Tlasa lepheo ka leng ho ne ho ena le letsoho le kang la motho. Bone ba tsona di ne di ena le difahleho le mapheo. Mapheo a tsona a ne a thetsana. Ha di ne di tsamaya, di ne di toba pele feela, di sa retelehe. Fahleho tsa tsona di ne di le tjena: Sebopuwa ka seng se ne se ena le sefahleho se kang sa motho, ka lehlakoreng le letona e le se kang sa tau, ka ho le letshehadi e le se kang sa poho, mme sebopuwa ka seng se ena le sefahleho se kang sa ntsu. Difahleho tsa tsona di ne di le jwalo. Mapheo a tsona a ne a thathaletse, a lebile hodimo. Mapheo a mabedi a sebopuwa ka seng a ne a thetsana le a sebopuwa se seng, mme mapheo a mang a mabedi a kwahetse mmele. Sebopuwa ka seng ha se tsamaya se ne se toba pele feela. Di ne di eya hohle moo moya o neng o rata ho ya teng. Ha di tsamaya, di ne di sa retelehe. Tshobotsi ya dibopuwa tsena tse phelang e ne e ka mashala a hlenneng, kapa e ne e ka dirumola. Mollo oo o ne o tsekema hara dibopuwa tsena, o kganya haholo, mme lehadima le etswa ho wona. Dibopuwa tsena di ne di takolotsa, di eya pele le morao jwaloka lehadima. Ha ke ntse ke tadimile dibopuwa tsena tse phelang, ka bona lebidi le le fatshe ka lehlakoreng la sebopuwa ka seng, se nang le difahleho tse nne. Mabidi ana a mane a ne a tshwana; lebidi ka leng le ne le phatsima jwaloka lehakwe la bohlokwa, le le jwalokaha e ka le kena kahara lebidi le leng. Ha mabidi ana a ne a tsamaya, a ne a bidikela kae kapa kae moo dibopuwa di yang teng; a ne a sa retelehe ha dibopuwa tsena di tsamaya. Mabanta a wona a ne a phahame, a tshabeha, mme bone ba wona a tletse mahlo ho a potapota. Ha dibopuwa tsena tse phelang di tsamaya, le mabidi a mahlakoreng a tsona a ne a tsamaya; ha dibopuwa di phahama, mabidi le wona a ne a phahama. Hohle moo moya o neng o rata ho ya teng, dibopuwa le tsona di ne di eya teng, mme mabidi le wona a ye le tsona, hobane moya wa dibopuwa tsena tse phelang o ne o le kahara mabidi. Ha dibopuwa di tsamaya, mabidi le wona a ne a tsamaya; ha dibopuwa di ema, mabidi le wona a ne a ema. Ha dibopuwa di phahamela hodimo, mabidi le wona a ne a phahama le tsona, hobane moya wa dibopuwa tsena tse phelang o ne o le kahara mabidi. Ntho e kang loapi, e benyang jwaloka leqhwa, e tshabehang haholo, e ne e okametse dibopuwa tsena tse nne, tse phelang. Katlasa loapi lena, mapheo a mabedi a sebopuwa ka seng a ne a thathaletse, a thetsane le a sebopuwa se seng, a mang a mabedi a kwahetse mmele wa sebopuwa ka seng. Ha dibopuwa tsena di tsamaya, ka utlwa modumo wa mapheo a tsona, o kang modumo wa metsi a hwasang, o kang wa lentswe la ya Matla wohle, o kang wa lerata la lebotho le leholo. Ha di ema, di ne di phutha mapheo a tsona. Ha di ntse di eme jwalo, di phuthile mapheo a tsona, ha utlwahala lentswe le tswang kahodimo ho loapi le okametseng dihlooho tsa tsona. Kahodimo ho loapi leo le okametseng dihlooho tsa tsona, ho ne ho ena le ntho e kang terone ya safire, mme hodima yona ho dutse ho kang motho. Ho tloha lethekeng la hae ho ya hodimo ka bona ho kang lethose le hlenneng, le hara mollo; ho tloha thekeng ho ya tlase, motho eo a ka mollo, kganya e phatsimang e mo etseditse serakwe. Serakwe seo se ne se phatsima jwaloka mookodi hara maru ha pula e ena. Serakwe sena e ne e le se tshwantshang tlotla ya Morena. Yare ha ke se bona ka itihela fatshe ka sefahleho, mme ka utlwa lentswe la ya buang. Lentswe la re ho nna: “Wena ngwana motho, ema ka maoto, mme ke tla bua le wena.” Ha lentswe le ntse le bua, Moya wa kena ka ho nna, wa mphahamisa, ka ema ka maoto, ka utlwa le bua ho nna. La re ho nna: “Wena ngwana motho, ke o roma ho bana ba Iseraele, e leng setjhaba sa bafetohedi, se ileng sa mphetohela; sona le bo-ntata sona haesale se mphetohela ho fihlela kajeno. Setjhaba seo ke o romang ho sona se manganga, se pelo di thata. Ere ho sona: Morena Modimo o bua tjena. Ebang se a o mamela kapa ha se o mamele hobane ke setjhaba se mphetohetseng, feela se tla tseba hore moporofeta o bile teng hara sona. Ha e le wena ngwana motho, o se ke wa se tshaba, kapa wa tshoha dipolelo tsa sona. O se ke wa se tshaba leha o ka teelwa hare ke tshehlo le meutlwa, wa phela hara diphepheng. O se ke wa tshaba seo se se buang kapa sa o tshosa, le hoja e le setjhaba sa bafetohedi. O se bolelle mantswe a ka, ebang se a mamela kapa ha se mamele, hobane ke setjhaba sa bafetohedi. Empa wena ngwana motho, o mamele seo ke o bolellang sona. O se ke wa mphetohela jwaloka setjhaba seo se mphetohetseng. Ahlama, o je seo ke tla o nea sona.” Yare ha ke tadima ka bona letsoho le otlolletswe ho nna. Le ne le tshwere buka eo le ileng la e phetla kapele ho nna. Ka mahlakoreng a yona a mabedi ho ne ho ngotswe mantswe a kodi-ya-malla, a bofifi le a bomadimabe. Modimo a re ho nna: “Wena ngwana motho, eja se kapele ho wena: Eja buka ena, mme o tsamaye, o yo bua le bana ba Iseraele.” Yaba ke a ahlama, mme a nnea buka hore ke e je. Yaba o re ho nna: “Wena ngwana motho, eja buka ena eo ke o neang yona, mme o tlatse mala a hao ka yona.” Yaba ke a e ja; ka utlwa e le monate jwaloka mahe a dinotshi. Jwale Morena a re ho nna: “Wena ngwana motho, tsamaya, o ye ho bana ba Iseraele, o ba bolelle mantswe a ka. Ha o rongwe setjhabeng se buang puo esele, e thata, empa o rongwa ho ba ntlo ya Iseraele, e seng ho ditjhaba tse ngata tse buang dipuo disele, tse thata, tseo o ke keng wa di utlwisisa. Ruri hoja ke ile ka o roma ho tsona di ka be di ile tsa o mamela. Empa bana ba Iseraele ba ke ke ba o mamela, hobane le nna ha ba a ka ba mmamela. Bana ba Iseraele bohle ba thatafaditse dipelo, ba manganga. Ke tla etsa hore pelo ya hao e thatafale, mme o be manganga jwaloka bona. Ke tla thatafatsa pelo ya hao sa lejwe la moremaphofu, o be thata ho feta tshepe. O se ke wa ba tshaba, leha e le ho ba tshoha, le hoja e le setjhaba sa bafetohedi.” Modimo a tswela pele, a re ho nna: “Wena ngwana motho, mamela ka hloko, mme mantswe wohle a ka a kene pelong ya hao. Tsamaya, o ye setjhabeng sa heno se bothopuweng, o yo bua le sona, o re: Morena Modimo o bua tjena, ebang se a o mamela kapa ha se o mamele.” Yaba Moya o nkukela hodimo, mme kamorao ho nna ka utlwa lentswe le phefa, le re: “Ho roriswe tlotla ya Morena leahong la hae!” Ka utlwa modumo wa mapheo a dibopuwa tse phelang ha a thetsana, le modumo wa mabidi a mahlakoreng a tsona, e le modumo o moholo. Jwale Moya wa mphahamisa, wa nkuka wa ya le nna, ka tsamaya ke utlwile bohloko, ke halefile, mme matla a tswang ho Morena a ntsukutla haholo. Yaba ke fihla ho bathopuwa ba le Tele-Abibe, moo ba ahileng teng pela noka ya Kebare; ka phela moo le bona ka matsatsi a supileng, ke maketse! Hoba matsatsi a supileng a fete, lentswe la Morena la fihla ho nna, la re: “Wena ngwana motho, ke o entse molebedi wa ntlo ya Iseraele, ka baka leo, ha o utlwa lentswe le tswang molomong wa ka, o ba nee keletso ya ka. Ha ke re ho ya kgopo: Ruri o tla shwa, mme wena o sa mo eletse, kapa wa mo kgalemella ditsela tsa hae tse kgopo, e le hore a pholose bophelo ba hae, motho eo ya kgopo o tla shwa ka baka la sebe sa hae, empa madi a hae ke tla a batla ho wena. Empa ha o eletsa ya kgopo, feela a sa kgutle bokgopong ba hae, kapa tseleng tsa hae tse kgopo, o tla shwa ka baka la sebe sa hae, empa wena o tla be o ipholositse. “Hape ha motho ya lokileng a kgeloha ho loka ha hae, a etsa bobe, mme ke bea sekgopi tseleng ya hae, o tla shwa. Kahobane ha o a ka wa mo eletsa, o tla shwa ka baka la sebe sa hae. Ho loka ha hae, hoo a kileng a ho etsa, ho ke ke ha hopolwa, empa madi a hae ke tla a batla ho wena. Empa haeba o eletsa ya lokileng hore a se ke a etsa sebe, mme a fela a sa se etse, o tla phela, hobane o ile a eletseha, mme wena o ipholositse.” Yaba matla a tswang ho Morena a ntsukutla, Morena a re: “Ema, o tsamaye, o ye phuleng, moo ke tla bua le wena teng.” Yaba ke a ema, ke ya phuleng. Ka bona tlotla ya Morena e eme moo, e tshwana le eo ke ileng ka e bona ha ke le pela noka ya Kebare. Yaba ke itihela fatshe ka sefahleho. Moya wa kena ka ho nna, wa nkemisa ka maoto, wa bua ho nna, wa re: “Tsamaya o yo ikwalla ka tlung ya hao. Ha e le wena ngwana motho, ba tla o tlama ka mehala; o tla tlangwa, o sitwe le ho tsamaya hara setjhaba. Ke tla etsa hore leleme la hao le kgomarele mahalapeng a hao, o be semumu, o sitwe ho ba kgalemela, hobane ke setjhaba sa bafetohedi. Empa etlare ha ke bua le wena, ke rarolle leleme la hao, ebe o re ho bona: Morena o bua tjena! Ya ratang ho mamela a ke a mamele, ya hanang ho mamela a ke a hane, hobane ke setjhaba sa bafetohedi. “Wena ngwana motho, nka letlapa o le bee kapele ho wena, o etse setshwantsho sa motse wa Jerusalema hodima lona. Motse ona o o etsetse thibella, o hahe marako ho o potapota, o hahe ditora, o hlome diahelo tsa ntwa, mme o bee ditshetlo. O nke lekgwakgwa la tshepe, o le hlome pakeng tsa hao le motse, o shebe ka ho lona. Etlaba o o etseditse thibella, ebe wena o o thibeletse. Hona e tla ba pontsho ho ba ntlo ya Iseraele. “O paqame ka lehlakore la letsoho le letshehadi, mme nna ke tla o jarisa bokgopo ba ntlo ya Iseraele. O tla jara bokgopo boo ba bona ho ya ka palo ya matsatsi ao o tla paqama fatshe ka wona. O tla jara makgopo ana a bona ka matsatsi a makgolo a mararo le mashome a robong, e leng a lekanang le palo ya dilemo tseo ba entseng bokgopo ka tsona. Ka mokgwa o jwalo o tla jara bokgopo ba ntlo ya Iseraele. “Ha o se o qetile matsatsi ana, o tla boela o paqama hape ka lehlakore la letsoho le letona, o jare bokgopo ba ntlo ya Juda ka matsatsi a mashome a mane. Letsatsi ka leng le tla lekana le selemo se le seng sa dilemo tseo ba entseng bokgopo ka tsona. “O shebe thibella e etseditsweng Jerusalema, ebe o porofetela Jerusalema letsoho la hao le le phollatsi. Ke tla o tlama ka mehala, e le hore o sitwe ho phethohela ka lehlakoreng lefe kapa lefe, ho fihlela o qeta matsatsi a thibella ena ya hao. “Nka koro le harese le dinawa le dierekise le rokgo le mabele, o di tshele ka pitseng, mme ka tsona o iketsetse bohobe boo o tla bo ja ka matsatsi ana a makgolo a mararo le mashome a robong, ha o ntse o paqame ka lehlakore. Ka letsatsi o tla ja bohobe bo etsang boima ba dikeramo tse makgolo a mabedi le mashome a mararo ka nako e lokelang. Ka letsatsi o tla nwa metsi a ka lekanang mohotswana. O tla ja diphaphatha tsa harese, o di apehe ka kgapane ya masepa a motho, moo ba ntseng ba o bona.” Morena a re: “Ka mokgwa o tjena bana ba Iseraele ba tla ja dijo tse silafaditsweng dinaheng tsa baditjhaba, tseo ke tla ba lelekela ho tsona.” Yaba ke re: “Oho, Morena Modimo! Ha ke eso ka ke itshilafatsa! Ho tloha botjheng ba ka ho fihlela kajeno ha ke eso ka ke eja eng kapa eng e fumanwang e itjhweletse, kapa e harotswe ke dibatana. Ha ke eso ka ke eja nama e sesila.” Morena a re ho nna: “Bona, ke o neile kgapane ya bolokwe ba kgomo bakeng sa kgapane ya masepa a motho, hore o apehe dijo tsa hao ka yona.” A boela a re ho nna: “Bona mona, wena ngwana motho, ke tla fokotsa dijo Jerusalema. Batho ba tla ja ka tekanyo le ka tlhokomelo; le metsi ba a nwe ka tekanyo, ba tsielehile. Dijo le metsi di tla fokotseha, motho a tshohe ha a bona motho e mong, hobane e tla be e se e le bo-masatswane feela, ka baka la bokgopo ba bona. “Wena ngwana motho, nka sabole e bohale, o e sebedise e le lehare, o ipeole hlooho le ditedu. O nke sekala, ebe o bea moriri wa hao hodima sona ka dihlopha tse tharo. Ere ha matsatsi a hao a thibella a fetile, o tjhese sehlopha se le seng sa tsena tse tharo tsa moriri wa hao, o se tjhese o le kahara motse. O nke sehlopha sa bobedi sa moriri wa hao, o o ale ho potapota motse, ebe o o otla ka sabole. Sehlopha sa boraro o se hasanyetse moyeng, mme ke tla se fedisa ka sabole. O nke diqoba di se kae tsa moriri wa hao, o di tlamelle lemenong la seaparo sa hao. Ebe jwale o nka diqoba tse ding hape, o di akgela mollong, wa di tjhesa. Mollo o tla qhoma o etswa ho tsona, ebe o tjhesa bohle ba ntlo ya Iseraele.” Morena Modimo o bua tjena: “Ena ke yona Jerusalema, eo ke e beileng bohareng ba ditjhaba, e potapotilweng ke dinaha. Empa ka baka la bokgopo ba yona e fetohetse melao ya ka le ditaelo tsa ka ho feta ditjhaba tsohle le dinaha tsohle tse e potapotileng. Jerusalema e lahlile melao ya ka, ha e a latela ditaelo tsa ka.” Ka baka leo, Morena Modimo o re: “Wena Jerusalema, o mphetohetse ho feta ditjhaba tse o potapotileng, ha o a tsamaya ka melao ya ka, ha o a boloka ditaelo tsa ka, ha o a ya le ka melao ya ditjhaba tse o potapotileng.” Ka baka leo, Morena Modimo o re: “Bona, Jerusalema, le nna ke a o lwantsha, mme ke tla phethahatsa kahlolo ya ka hodima hao moo ditjhaba tsena di ntseng di bona. Ka lebaka la manyala ana a hao, ke tla o etsa seo ke esong ho se etse, seo nke keng ka hlola ke se etsa. Bo-ntata ba ahileng Jerusalema ba tla ja bara ba bona, mme bara le bona ba je bo-ntata bona. Ke tla phethahatsa kahlolo ya ka hodima hao, mme masalla a hao ke a qhalanyetse hohle lefatsheng. “Ka baka leo, ke a ikana, ho rialo Morena Modimo: Kahobane o silafaditse Sehalalelo sa ka ka medimo ya hao e nyonyehang, le ka manyala wohle a hao, ke tla o fedisa; nke ke ka hlola ke o hauhela, kapa hona ho o utlwela bohloko. Karolo e nngwe ya dikarolo tse tharo tsa setjhaba sa hao, e tla bolawa ke lefu la sewa le ke sekoboto; karolo ya bobedi e bolawe ka sabole kathoko ho marako a hao, mme karolo ya boraro e qhalanele hohle lefatsheng, e phaladiswa ka sabole. “Bohale ba ka bo tla fela, mme kgalefo eo ke neng ke ba halefetse ka yona e kokobele, hobane ke tla be ke ipheteditse. Ha ke phethahaditse kgalefo ya ka hodima bona, ba tla tseba hore ke nna Morena, ya buileng ka tjheseho. “Ke tla o etsa lesupi, o fetohe sekgobo ho ditjhaba tse o potapotileng, le mahlong a bohle ba fetang ka tsela. Mohla ke phethahatsang kahlolo ya ka hodima hao ka bohale, ke o kgalemela, ke halefile, o tla fetoha sekgobo, o nyedisehe; o be thuto le sesomo ho ditjhaba tsohle tse o potapotileng. Nna Morena ke buile. Ha ke o fula ka metsu e bohloko ya sekoboto, e leng metsu e timetsang, ke tla o fula hore ke o timetse. Sekoboto se tla o wela hodimo, se nne se eketsehe, dijo tsa hao ke di fokotse. Ke tla o romela sekoboto le dibatana, di o bolaele bana. Lefu la sewa le tshollo ya madi di tla o aparela, sabole e o bolaye. Nna Morena, ke se ke buile.” Lentswe la Morena la fihla ho nna, la re: “Wena ngwana motho, tadima dithabeng tsa Iseraele, o di porofetele, o re: Lona dithaba tsa Iseraele, mamelang lentswe la Morena Modimo. Morena Modimo o bua tjena ho dithaba le ho maralla, le ho dinoka le ho dikgohlo: Nna ka sebele sa ka, ke tla le bolaya ka sabole, mme ke fedise dibaka tsa lona tsa borapedi. Dialetare tsa lona di tla heletswa, medimo ya lona ya bohata e pshatlwe, mme babolauwa ba lona ke ba akgele kapele ho medingwana eo ya lona. Ditopo tsa Baiseraele di tla rapalatswa kapele ho medingwana eo ya bona, masapo a lona ke a qhalakanye ho potapota dialetare tsa lona. Hohle moo le phelang teng metse e tla fetoha masupi, dibaka tsa lona tsa borapedi di heletswe, e le hore dialetare tsa lona di tle di senngwe, di sale di le feela. Medimo ya lona ya bohata e tla pshatlwa, e fele, difika tseo le di kgumamelang di heletswe, mme tsohle tseo le di entseng di fediswe. Ditopo tsa babolauwa di tla rapalla hara lona, mme le tla tseba hore ke nna Morena. “ Empa ke tla siya masalla, hobane ba bang ba lona ba tla phonyoha sabole, ha le qhalanyetswa hara dinaha le ditjhaba. Ba phonyohileng sabole, ba ditjhabeng tseo ba qhalanyeditsweng ho tsona e le bathopuwa, ba tla nkgopola, ba hopole kamoo ke swabisitsweng kateng ke dipelo tsa bona tse hlokang botshepehi, tse ileng tsa mphuralla, mme mahlo a bona a tadima medingwana ya bohata. Ba tla inyonya ka baka la bobe bohle boo ba bo entseng, le ka baka la manyala a bona. Ba tla tseba hore ke nna Morena, le hore ke ne ke sa ba tshose ha ke re ke tla dihela koduwa ena hodima bona. ” Morena Modimo o bua tjena: “Opang diatla, le tile ka maoto, le howeletse, le re: Bomadimabe bona bo etsahala ka baka la mesebetsi e manyala ya ba ntlo ya Iseraele, hobane ba tla bolawa ka sabole, le ke sekoboto, le ke lefu la sewa! Ba hole ba tla bolawa ke lefu la sewa, ba haufi bona ba bolawe ka sabole, masalla a etseditsweng thibella a bolawe ke sekoboto. Ka mokgwa o jwalo ke tla phethahatsa kgalefo ya ka hodima bona. Ke hona le tla tseba hore ke nna Morena, ha ditopo tsa babolauwa ba bona di rapaletse hara medingwana ya bona ya bohata, ho potapota dialetare tsa bona tse hodima maralla wohle a phahameng, le hodima ditlhoro tsa dithaba tsohle, le katlasa difate tsohle tse talana, le katlasa difate tsohle tse teng tsa eike, e leng dibaka tseo ho tsona ba neng ba tjhesetsa mokubetso o nkgang hamonate, ba o tjhesetsa medingwana ya bona ya bohata. Ke tla otlolla letsoho la ka hodima bona, naha ke e fetole nanaola ho tloha lehwatateng le ka Borwa ho ya Ribela, hohle moo ba phelang teng. Ba tla tseba hore ke nna Morena.” Lentswe la Morena la boela la fihla ho nna, la re: “Wena ngwana motho, Morena Modimo o bua tjena ho naha ya Iseraele: Pheletso e fihlile! Pheletso e fihletse diqola tse nne tsa naha. Pheletso e o wetse hodimo, mme ke tla o halefela haholo. Ke tla o ahlola ho ya ka boitshwaro ba hao, ke o putse ho ya ka mesebetsi yohle ya hao e manyala. Ha nka ke ka o hauhela kapa ka o utlwela bohloko, empa ke tla o putsa ho latela boitshwaro ba hao, le mesebetsi e nyonyehang e hara lona, mme le tla tseba hore ke nna Morena. “Morena Modimo o bua tjena: Koduwa! Koduwa eo ho seng e tshwanang le yona e a tla. Pheletso e fihlile; pheletso e fihlile, e le lebeletse; bonang, e fihlile. Letsatsi le o tjhabetse, wena ya ahileng naheng. Nako e fihlile, letsatsi la tsietsi le haufi, ha ho thabo e tla utlwahala dithabeng, haese mehoo ya tshabo feela. “Haufinyane ke tla hlatsetsa bohale ba ka hodima hao, ke phethahatse kgalefo ya ka ho wena. Ke tla o ahlola ho ya ka boitshwaro ba hao, ke o putse ho ya ka mesebetsi yohle ya hao e manyala. Ha nka ke ka o hauhela kapa ka o utlwela bohloko. Ke tla o putsa ho ya ka boitshwaro ba hao le ka mesebetsi ya hao e manyala hara lona. Jwale le tla tseba hore ke nna Morena ya otlang. “Bonang letsatsi, bonang letsatsi le fihlile, mafube a se a diketse, lekala le fupuditse, boikgohomoso bo entse dithunthung. Meferefere e fetohile thupa e otlang bokgopo; ha ho le ya mong wa bona le wa sehlopha sa bona ya tla phonyoha; ha ho maruo a tla sala leha e le ntho ya bohlokwa. Nako e fihlile, letsatsi le atametse; moreki a se ke a thaba, kapa morekisi a lla, hobane setjhaba sohle se fihletswe ke kgalefo. “Morekisi a ke ke a boela a lata seo a se rekisitseng, leha bobedi ba bona ba ntse ba phela, hobane setjhaba sohle se tla welwa ke kgalefo e ke keng ya hlola e sa kgutla. Ka baka la dibe tsa bona ha ho le ya mong wa bona ya tla pholoha. Leha ba ka letsa terompeta, hore bohle ba itokise, ha ho le ya mong ya tla ya ntweng, hobane kgalefo ya ka e befetse mokgopi wohle. “Sabole e kathoko ho motse, kahare ho wona ke lefu la sewa le sekoboto. Ba hara naha ba tla bolawa ka sabole, ba kahara motse ba bolawe ke sekoboto le ke lefu la sewa. Bohle ba tla phonyoha ba tla balehela dithabeng, ba kuruetse sa maeba a dikgohlo, motho ka mong a llele dibe tsa hae. Matsoho a bohle a tla kgathala, mangwele wohle a otlane ke letswalo. Ba tla itlama matheka ka tse mahwashe, tshabo e ba wele hodimo, fahleho tsa bona di aparelwe ke dihlong, hlooho tsa bona di phumohe mafatla. Ba tla akgela silefera ya bona diterateng, kgauta ya bona ba e nyonye. Mohla tsatsi leo la kgalefo ya Morena, silefera ya bona le kgauta ya bona di ke ke tsa ba lopolla; meya ya bona e ke ke ya kgotsofala, le mala a bona a ke ke a kgora letho, hobane tsena ke tsona tse ba dihetseng sebeng. Ba ne ba ikgantsha ka mekgabiso ya bona e metle, eo ka yona ba ileng ba iketsetsa medingwana ya bona e nyonyehang. Ka baka lena, ke e fetotse ditshila. Tsena tsohle ke tla neelana ka tsona matsohong a dira tsa bona e be lelobelo, le ho ba kgopo ba lefatshe lena e le kgapo ya bona, mme batho bana ba tla di silafatsa. Ke tla ba furalla, mme ba tla silafatsa Tempele ya ka. Mashodu a tla kena ka ho yona, a e silafatse. “Lokisang mahlaahlela, hobane naha yohle e tletse madi, hara motse ke moferefere. Ke tla tlisa bahedene ba tala, mme bona ba hape matlo a Baiseraele. Ke tla fedisa boikgohomoso ba dinatla tsa Baiseraele, dibaka tsa bona tse halalelang di silafatswe. Mahlomola a a tla. Ba tla batla kgotso, empa ha e na ho ba teng. Koduwa di tla fihlellana, tsa bo-fuufu le tsona di fihlellane. Batho ba tla rata eka baporofeta ba ka ba bolella dipono, empa baprista ha ba sa tla ba ruta molao; le dikeletso tse tswang ho ba baholo di tla ba siyo. Kgosi e tla lla, kgosana e aparelwe ke maswabi, matsoho a setjhaba a tla thothomela. Ke tla ba ahlola ho ya ka boitshwaro ba bona, ke ba ahlole ho ya kamoo ba ileng ba ahlola ba bang kateng. Jwale ba tla tseba hore ke nna Morena.” Ka letsatsi la bohlano la kgwedi ya botshelela selemong sa botshelela, ha ke ntse ke dutse ka tlung ya ka, mme baholo ba Juda ba dutse kapele ho nna, matla a tswang ho Morena Modimo a ntsukutla. Ha ke tadima ka bona ntho e kang motho. Ho tloha thekeng ho ya tlase o ne a ka mollo. Ho tloha thekeng ho ya hodimo o ne a kganya jwaloka lethose le hlakodisitsweng. A otlolla ntho e kang letsoho, a ntshwara ka moriri. Moya wa mphahamisetsa pakeng tsa lehodimo le lefatshe, mme ka dipono tsa Modimo Moya oo wa mphihlisa Jerusalema, monyakong wa kgoro e kahare, o tadimileng leboya. Teng ho ne ho ena le setulo sa modingwana o bakang lefufa! Tlotla ya Modimo wa Iseraele e ne e le hona moo, e tshwana le pono eo ke neng ke e bone phuleng. Morena a re ho nna: “Wena ngwana motho, phahamisa mahlo a hao, o tadime nqa leboya.” Yaba ke phahamisa mahlo a ka, ke tadima nqa leboya, mme monyakong o kenang ka kgoro e ka leboya ka bona modingwana ona o bakang lefufa o eme teng. Yaba Morena o re ho nna: “Wena ngwana motho, na o bona seo ba se etsang? Na o bona manyala ao ba ntlo ya Iseraele ba a etsang moo, e le hore ke tle ke suthelle hole le Sehalalelo sa ka? Empa ako hetle hape, mme o tla bona manyala a mabe ho feta ana.” Yaba o ntlisa monyakong wa seotlwana, mme yare ha ke tadima ka bona ho ena le lesoba leboteng. A re ho nna: “Wena ngwana motho, phunya leboteng mona.” Ka le phunya, mme moo ka bona monyako. A re ho nna: “Kena, o bone manyala a mabe ao ba a etsang mona.” Yaba ke a kena, mme hohle leboteng ka bona ho entswe ditshwantsho tsa mefuta yohle ya dihahabi, le tsa dibatana tse nyonyehang, le tsa medingwana yohle ya ba ntlo ya Iseraele. Kapele ho tsona ho ne ho eme baholo ba ntlo ya Iseraele ba mashome a supileng, mme Jaasaneya, mora wa Shafane, a eme hara bona, e mong le e mong wa bona a tshwere pitsana ya mokubetso, ho foqoha mosi wa mokubetso o entse leru. Morena a re ho nna: “Wena ngwana motho, na o bone seo e mong le e mong wa baholo ba ntlo ya Iseraele a se etsang mafifing, ka kamoreng ya modingwana wa hae? “Ba re: Morena ha a re bone! Morena o furaletse lefatshe! ” Morena a boela a re ho nna: “Hetla hape, mme o tla bona manyala a mabe ka ho fetisisa, ao ba a etsang.” Yaba Morena o ntlisa monyakong wa Tempele ya hae, o neng o tadimile nqa leboya, mme ka bona basadi ba llelang modingwana Tammusi ba dutse hona teng. Morena a re ho nna: “Wena ngwana motho, na see o a se bona? Hetla hapehape, mme o tla bona manyala a fetisisang ana ka bobe.” Yaba o nkenya ka lebaleng la Tempele ya Morena le kahare. Hona monyakong oo wa Tempele, pakeng tsa mathule a yona le aletare, ho ne ho ena le banna ba ka bang mashome a mabedi a metso e mehlano. Dikotlo tsa bona di ne di furaletse Tempele ya Morena, difahleho tsa bona di tadimile botjhabela. Ba ne ba kgumamela letsatsi le ka botjhabela. Jwale Morena a re ho nna: “Wena ngwana motho, na seo o a se bona? Ebe ke ntho e se nang taba ha ba ntlo ya Juda ba etsa manyala aa, ao ba a etsang moo? Naha ena ba e tlatsitse meferefere, ba ba ba mphephetsa hore ke be ke halefe, ba nnyedisa ka diketso tsa bona. Ka baka lena, ke tla ba halefela haholo. Nke ke ka ba ka ba hauhela, kapa hona ho ba utlwela bohloko. Leha ba ka howeletsa haholo ha ba ipiletsa ho nna, nke ke ka ba mamela.” Lentswe le matla la howa ka ditsebeng tsa ka, la re: “Lona balebedi ba motse, tloong kwano! Monna ka mong a tle a nkile dihlomo tsa hae!” Ka bona banna ba tsheletseng ba etla ka tsela e lebang monyakong o kahodimo, o tadimileng leboya, monna ka mong a tshwere sebetsa se bolayang. E mong wa bona o ne a apere seaparo se entsweng ka lene, qholong ho yena ho leketla lenakana le tshetseng enke. Banna bana ba fihla ba ema pela aletare ya lethose. Yaba tlotla ya Modimo wa Iseraele, e neng e le moo dikerubime di neng di le hona teng, e nyolohela hodimo, e ya monyakong wa Tempele. Morena a bitsa monna ya apereng seaparo se entsweng ka lene, eo qholong ya hae ho leketlang lenakana le tshetseng enke. Morena a re ho yena: “Tsamaya hara motse wohle wa Jerusalema, mme bohle ba hlomohileng, ba lliswang ke manyala wohle a etswang hara motse ona, o ba tshwaye diphatleng.” A bua ho banna ba bang ke ntse ke utlwa, a re: “Eyang le yena hara motse, le bolaye! Le se ke la hauhela motho, kapa la mo utlwela bohloko. Le ba bolaye kaofela: Maqheku le bahlankana le barwetsana le basadi le bana, empa bohle ba tshwailweng le se ke la atamela pela bona. Le hle le qale ka Sehalalelong sa ka.” Yaba ba qala ka baholo ba neng ba le kapele ho Tempele. Yaba o re ho bona: “Tempele ena le e silafatse! Mabala a yona le a tlatse ditopo! Tsamayang he!” Yaba ba tsamaya ba bolaya batho hara motse. Ha ba ntse ba bolaya batho jwalo, ke ne ke setse ke le inotshi. Yaba ke itihela fatshe ka sefahleho, ke howa haholo, ke re: “Oho, Morena Modimo! Na o tla timetsa masalla wohle a Iseraele ha o hlatsetsa kgalefo ya hao hodima Jerusalema?” Jwale Morena a re ho nna: “Bokgopo ba ntlo ya Iseraele le ba ntlo ya Juda bo boholo haholo. Naha e tletse dipolao, toka ha e yo motseng ona. Ba re: Morena o furaletse naha ena; Morena ha a bone. Ka baka leo, nke ke ka ba hauhela, kapa hona ho ba utlwela bohloko. Motho ka mong o tla putswa ka tseo a di entseng ba bang.” Jwale ka bona monna yane ya apereng seaparo se entsweng ka lene, eo qholong ya hae ho leketlang lenakana le tshetseng enke, a tsebisa Morena, a re: “Ke phethile kamoo o ntaetseng kateng!” Ka tadima, mme ka bona ho kang terone e entsweng ka lejwe la bohlokwa la safire, ho le kahodimo ho loapi le neng le okametse dihlooho tsa dikerubime. Morena a re ho monna ya apereng seaparo se entsweng ka lene: “Kena hara mabidi a katlasa dikerubime. Ka matsoho a hao o nke mashala a tukang, a hara dikerubime, o a hasanye hodima motse.” Yaba o kena hara mabidi ke ntse ke mo tadimile. Dikerubime di ne di eme ka lehlakoreng le letona la Tempele, ha motho enwa a kena hara tsona, mme leru la tlala kahara lebala le kahare. Jwale tlotla ya Morena ya nyolohela hodimo, e etswa ho dikerubime, ya ya ema monyako wa Tempele. Leru la tlala Tempele, mme lebala la tlala ho phatsima ha tlotla ya Morena. Modumo wa mapheo a dikerubime o ne o utlwahala ho ya fihla lebaleng le kantle, o tshwana le lentswe la Modimo ya matla wohle ha a bua. Yare ha Morena a laela monna ya apereng seaparo se entsweng ka lene, a re: “Nka mollo o hara mabidi a dikerubime,” monna eo a kena, a ema pela lebidi. Kerubime e nngwe ya nanabetsa letsoho la yona, ya le isa mollong o neng o le hara dikerubime, ya nka mashala a mang ya a bea kahara matsoho a monna ya apereng seaparo se entsweng ka lene, mme yena a a nka, a tswa. Katlasa mapheo a dikerubime tsena ho ne ho bonahala ho kang matsoho a motho. Ka tadima, mme ka lehlakoreng la dikerubime ka bona mabidi a mane, le le leng ka lehlakoreng la kerubime e nngwe le e nngwe. Mabidi ana a ne a phatsima sa lehakwe la bohlokwa. Mabidi ana a mane a ne a tshwana, lebidi ka leng le ka lebidi le keneng ka ho le leng. Ha a ntse a phethoha, a ne a ye a phethohele lehlakoreng lefe kapa lefe leo kerubime a tadimileng ka ho lona. Ha dikerubime di tsamaya, mabidi a ne a sa phethohe. Dikerubime tsena di ne di leba kae le kae moo di tadimileng teng, empa di sa retelehe ha di ntse di tsamaya. Hohle mmeleng ya tsona le mekokotlong ya tsona, le matsohong a tsona, le mapheong a tsona ho ne ho tletse mahlo, esita le mabiding a tsona a mane. Ka utlwa lerata la mabidi ha a phethoha. Kerubime ka nngwe e ne e ena le difahleho tse nne: sefahleho se seng e le sa kerubime, se seng e le sefahleho sa motho, se seng e le sefahleho sa tau, se seng e le sefahleho sa ntsu. Jwale dikerubime tsa phahamela hodimo. Tsena ke tsona dibopuwa tse phelang, tseo ke ileng ka di bona pela noka ya Kebare. Ha dikerubime di tsamaya, mabidi le wona a ne a phethoha; ha dikerubime di thathalatsa mapheo a tsona hore di phahame fatshe, mabidi a ne a sa tlohe mahlakoreng a tsona. Ha dikerubime di ema, mabidi le wona a ne a ema. Ha dikerubime di phahamela hodimo, mabidi le wona a ne a phahama le tsona, hobane moya wa dibopuwa tsena tse phelang o ne o le kahara mabidi. Jwale tlotla ya Morena ya tloha monyako wa Tempele, ya ya ema kahodimo ho dikerubime. Ha ke ntse ke tadimile, dikerubime tsa thathalatsa mapheo a tsona, tsa phahama fatshe, mme ha di ntse di phahama, mabidi le wona a ne a ntse a phahama le tsona. Tsa fihla tsa ema monyakong wa Tempele ya Morena o ka botjhabela, mme tlotla ya Modimo wa Iseraele ya eba hodima tsona. Tsena ke tsona dibopuwa tse phelang, tseo ke neng ke ile ka di bona di le katlasa Modimo wa Iseraele, pela noka ya Kebare, mme ka hlokomela hore e ne e le dikerubime. Kerubime ka nngwe e ne e ena le difahleho tse nne le mapheo a mane, mme katlasa mapheo a tsona ho ne ho ena le ntho e kang ke matsoho a motho. Difahleho tsa tsona di ne di tshwana le tseo ke neng ke ile ka di bona pela noka ya Kebare. Kerubime ka nngwe e ne e toba pele feela. Yaba Moya wa mphahamisa, o mphihlisa monyakong o ka botjhabela wa Tempele ya Morena, o tadimileng botjhabela. Hona moo monyako ho ne ho eme banna ba mashome a mabedi a metso e mehlano; hara bona ka bona Jaasaneya, mora wa Asure, le Pelatiya, mora wa Benaya, e leng baetapele ba setjhaba. Morena a re ho nna: “Wena ngwana motho, banna bana ke bona ba ntseng ba rera bokgopo, ba fana ka dikeletso tse mpe hara motse mona. Ba re: Nako ya ho haha matlo e sa le hole! Motse ona ke pitsa, mme rona re nama. Ka baka leo, porofeta, o ba hanyetse; porofeta wena ngwana motho.” Yaba Moya wa Morena o fihla ho nna, o mpolella hore ke re: “Morena o bua tjena: Sena ke sona seo le se buileng, lona ba ntlo ya Iseraele, hobane ke tseba mehopolo yohle ya dipelo tsa lona. Le bolaile batho ba bangata motseng ona, mme le tlatsitse diterata tsa wona ka babolauwa. “Ka baka leo, Morena Modimo o bua tjena: Ditopo tseo le di lahletseng hara motse ke yona nama, mme motse ona wona ke pitsa, empa lona ke tla le ntsha kahara wona. Le tshaba ho bolawa ka sabole, empa le tla bolawa ka sabole, ho rialo Morena Modimo. Ke tla le ntsha kahara motse ona, ke neelane ka lona matsohong a baditjhaba, mme ke le ahlole! Le tla bolawa ka sabole, ke le ahlolele meeding ya naha ya Iseraele, mme le tla tseba hore ke nna Morena. Motse ona e ke ke ya eba pitsa ho lona, kapa lona la ba nama e ka pitseng eo; ke tla le ahlolela meeding ya naha ya Iseraele. Le tla tseba hore ke nna Morena, hobane ha le a ka la latela ditaelo tsa ka, kapa la boloka melao ya ka, empa le latetse melao ya ditjhaba tse le potapotileng.” Yare ha ke ntse ke porofeta Pelatiya, mora wa Benaya, a shwa. Yaba ke itihela fatshe ka sefahleho, ke howeletsa haholo, ke re: “Oho, Morena Modimo! Na o tla timetsa le masalla wohle a Iseraele?” Lentswe la Morena la boela la fihla ho nna, la re: “Wena ngwana motho, bana beno, e, bana beno bao o tswalanang le bona, e leng bohle ba ntlo ya Iseraele, ke bona bao baahi ba Jerusalema ba itseng ho bona: Eyang hole le Morena! Naha ena re e filwe hore e be lefa la rona! “Ka baka leo he, o re ho bona: Morena Modimo o bua tjena: Le hoja ke le leleketse hole, hara baditjhaba, mme ke le hasantse hara dinaha, ka nakwana ke tla ba sehalalelo ho lona dinaheng tseo le ileng ho tsona. “Ka baka leo he, o re ho bona: Morena Modimo o bua tjena: Ke tla le phutha hara baditjhaba, ke le phuthe dinaheng tseo le neng le qhalanyeditswe ho tsona, ke le buseletse naha ya Iseraele. “Ba tla kgutlela naheng ena, mme ba hleke medingwana ena e nyonyehang, le manyala wohle a teng. Ke tla ba nea pelo e le nngwe, ke ba nee le moya o motjha, ke fedise dipelo tsa bona tse thata, ke ba nee dipelo tse ikokobeditseng. Ba tla latela ditaelo tsa ka, ba boloke melao ya ka, ba e phethahatse. E tla ba setjhaba sa ka, nna ke be Modimo wa bona. Empa ha e le bana bao dipelo tsa bona di ineetseng medingwana ya bona e nyonyehang, e manyala, ke tla ba otlela mesebetsi ya bona, ho rialo Morena Modimo.” Jwale dikerubime tsa thathalatsa mapheo a tsona, tsa phahamisa le mabidi a mahlakoreng a tsona, mme tlotla ya Modimo wa Iseraele ya eba kahodimo ho tsona. Tlotla ya Morena ya tloha hara motse, ya fihla ya dula hodima thaba e ka botjhabela ho motse. Ka pona e entsweng ke Moya wa Modimo, Moya wa mphahamisa, wa nkisa ho bathopuwa ba naheng ya Bakalatiya. Yaba pono eo ke e boneng e tloha ho nna, mme ka bolella bathopuwa tsohle tseo Morena a mpontshitseng tsona. Lentswe la Morena la fihla ho nna, la re: “Wena ngwana motho, o phela hara setjhaba sa bafetohedi, se nang le mahlo empa se sa bone, se nang le ditsebe empa se sa utlwe, hobane ke setjhaba sa bafetohedi. “Ka baka leo, wena ngwana motho, moo ba ntseng ba o shebile, motsheare le itse nte! tlama thoto ya hao, o ye bothopuweng; o tsamaye, o tlohe mona moo o leng hona teng, o ye sebakeng se seng. Le hoja e le setjhaba sa bafetohedi, mohlomong ba tla imamela. Motsheare le itse nte! moo ba ntseng ba o shebile, o ntshe thoto ya hao, o itokisetse ho ya bothopuweng. Mantsiboya, moo ba ntseng ba o shebile, o tsamaye jwaloka ba yang bothopuweng. Moo ba ntseng ba o shebile, o phunye lesoba leboteng la ntlo ya hao, o ntshe thoto ya hao le hona teng. O jare thoto ya hao mahetleng ba ntse ba o shebile, o tsamaye ha shwalane e tshwara. O ikgurumetse sefahleho, e le hore o se ke wa bona tsela, hobane ke o entse sesupo ho ba ntlo ya Iseraele.” Ka etsa jwalokaha ke laetswe. Ka ntsha thoto ya ka letsatsi le ntse le tjhabile, jwaloka thoto ya ya yang bothopuweng. Mantsiboya ka phunya lesoba leboteng ka matsoho a ka. Ha shwalane e tshwara ka ntsha thoto ya ka, ka e jara mahetleng, moo ba ntseng ba ntjhebile. Ka la hosasane lentswe la Morena la fihla ho nna, la re: “Wena ngwana motho, na setjhaba sa Iseraele, setjhaba see sa bafetohedi, ha se a ka sa o botsa, sa re: O etsang?>*** “Ere ho sona: Morena Modimo o bua tjena: Molaetsa ona ke wa kgosana ya Jerusalema le bohle ba ntlo ya Iseraele ba phelang moo. Ere ho bona: Ke nna sesupo sa lona. “Jwalokaha ke entse ho wena, le ho bona ke tla etsa jwalo; ba tla tsamaya, ba ye bothopuweng. “Kgosana ya bona e tla jara thoto ya yona mahetleng a yona, e le ka shwalane, e tsamaye. E tla tswa le lesobeng leo ba e phunyeditseng lona leboteng, e ikgurumetse sefahleho e le hore e se ke ya bona tsela. Kgosana eo ke tla e tjhehela leraba le tla e tshwasa, ebe ke e isa Babilona, naheng ya Bakalatiya. Le hoja kgosana eo e tla shwela moo, empa e ke ke ya bona naha eo. Bohle ba nang le kgosana eo, e leng balebedi ba yona le mabotho wohle a yona, ke tla ba qhalanyetsa hohle lefatsheng, mme ba tla bolawa ka sabole. “Ha ke ba qhalanyetsa hara ditjhaba, ke ba hasanya hara dinaha, ke hona ba tla tseba hore ke nna Morena. Empa ba seng bakae ba bona ke tla ba pholosa, ba se ke ba bolawa ka sabole, le ke sekoboto, le ke lefu la sewa, e le hore ditjhabeng tseo ba tla ya ho tsona ba tle ba bolele mesebetsi yohle ya bona e nyonyehang, ditjhaba tseo di tle di tsebe hore ke nna Morena.” Lentswe la Morena la fihla hape ho nna, la re: “Wena ngwana motho, dijo tsa hao a di je o thothomela, metsi a hao o a nwe o tlakasela, o tshwenyehile. Ere ho setjhaba sa naha ena: Morena Modimo o bua tjena ka baahi ba Jerusalema, le ka ba phelang naheng ya Iseraele: Ba tla ja dijo tsa bona ba tshwenyehile, ba nwe metsi a bona ba tshohile, hobane naha ya bona e tla hlakolwa tsohle tse ho yona ka baka la meferefere ya bohle ba phelang ho yona. Metse e tla hloka baahi, naha e fetohe nanaola, mme le tla tseba hore ke nna Morena. ” Lentswe la Morena la fihla ho nna, la re: “Wena ngwana motho, ke puo nngwe eo le e buang naheng ee ya Iseraele, puo e reng: Matsatsi a a lelefala, pono e nngwe le e nngwe e fetoha lefeela? Ka baka leo, ba bolelle, o re: Morena Modimo o bua tjena: Puo ena ke tla e fedisa, mme ha e sa tla hlola e buuwa naheng ena ya Iseraele. Empa ba bolelle, o re: Matsatsi a atametse ao ka wona pono e nngwe le e nngwe e tla phethahatswa. “ Ha ho sa tla hlola ho eba le dipono tsa leshano, kapa boporofeta ba bohata kahara setjhaba sa Iseraele. Ke nna Morena, ke bua seo ke se ratang, mme se tla phethahatswa ho se tikatiko. Lona setjhaba sa bafetohedi, mehleng ena ya lona ke tla phethahatsa tsohle tseo ke di bolelang, ho rialo Morena Modimo. ” Lentswe la Morena la boela la fihla ho nna, la re: “Wena ngwana motho, ba ntlo ya Iseraele ba re: Pono eo o e bonang ke ya mengwaha e mengata e tlang, mme o porofeta tse tla etsahala ka matsatsi a tlang, a sa leng hole! “Ka baka leo, ere ho bona: Morena Modimo o bua tjena: Mantswe a ka a ke ke a hlola a thisiswa, empa tseo ke di bolelang di tla phethahatswa, ho rialo Morena Modimo. ” Lentswe la Morena la fihla ho nna, la re: “Wena ngwana motho, hanyetsa baporofeta bana ba Iseraele ba porofetang. Ere ho bana ba iporofetelang tse tswang mehopolong ya bona: Mamelang lentswe la Morena! Morena Modimo o bua tjena: Ho madimabe baporofeta ba dithoto, ba porofetang tsa bona, empa ba sa bona letho! Lona Baiseraele, baporofeta ba lona ba tshwana le diphokojwe tse phelang hara masupi. Ha le a ka la ya thiba dikgeo tse marakong, kapa la haha metero, e le hore Baiseraele ba tle ba tsebe ho ema senna ntweng, mohla Letsatsi la Morena. Dipono tsa bona ke tsa mafeela, le boporofeta ba bona ke ba leshano. Ba re: “Morena o re,” empa Morena a sa ba roma, mme ba lebella hore dipolelo tsa bona di phethahatswe! Na ha le eso bone dipono tsa bohata, mme la porofeta bohata, ha le re: “Morena o re,” empa nna ke sa bua jwalo? “ Ka baka leo, Morena Modimo o bua tjena: Kahobane le buile taba tsa mafeela, la bona dipono tsa mashano, ke a le lwantsha, ho rialo Morena Modimo. Ke tla otla baporofeta ba bonang dipono tsa mafeela, ba porofetang mashano; ba ke ke ba eba le kabelo phuthehong ya setjhaba sa ka, kapa ba ngolwa diketsahalong tsa ntlo ya Iseraele, leha e le ho kena naheng ya Iseraele, le tle le tsebe hore ke nna Morena. “ Kahobane ba kgelositse setjhaba sa ka, ba re: “Kgotso!” empa kgotso e le siyo; ere ha setjhaba sa ka se haha lerako le fokolang, ebe ba le ntlafatsa ka ho le dila ka phepa, bolella bana ba dilang lerako ka phepa hore lerako leo le tla wa. Ho tla na pula ya ditlwebelele, e nang ka sefako se dinaka, mme moya wa sefefo o tla puka. Ha lerako lee le se le wele, na setjhaba ha se na ho le botsa, se re: “E kae phepa eo le neng le dile lerako ka yona?” “ Ka baka leo, Morena Modimo o re: Ha ke se ke halefile ke tla le heletsa ka moya wa sefefo, mme ha ke se ke halefile ke tla nesa pula ya ditlwebelele e nang ka sefako se dinaka hore e ripitle lerako leo. Kahoo ke tla heletsa lerako lena, leo le le ditseng ka phepa, ke etse hore le qhemetsehele fatshe, e le hore motheo wa lona o tle o bonahale. Ha lerako lena le ewa, le tla le wela hodimo le le timetse, mme le tla tseba hore ke nna Morena. Kgalefo ya ka ke tla e phethahatsa hodima lerako lena, le hodima ba ileng ba le dila ka phepa, ebe ke re ho lona: Lerako le wele! Le ba le ditseng ka phepa ba timetse, e leng baporofeta ba Iseraele, ba ileng ba porofetela Jerusalema, ba boneng dipono tse reng e tla ba le kgotso, empa kgotso e le siyo, ho rialo Morena. ” “Ka mokgwa o jwalo, wena ngwana motho, fahleho sa hao a se ke se tadimane le baradi ba setjhaba sa heno, ba hlahisang boporofeta bo itswelang mehopolong ya bona. Wena o porofete, o ba hanyetse, o re: Morena Modimo o bua tjena: Ho madimabe basadi ba rwesang batho dithotho tsa boloi manonyeletsong a matsoho a bona, ba rwesang ba baholo le ba banyenyane masira dihloohong tsa bona, e le hore ba hohele batho! Na le tla timetsa bophelo ba setjhaba sa ka, ebe ba lona le a bo baballa? Na le tla ntlontlolla setjhabeng sa ka hore le tle le kgaketswe harese, le fuwe le dithathana tsa bohobe, ebe le bolaya meya e neng e sa lokela ho shwa, le phedisa e neng e lokela ho shwa, ka ho thetsa setjhaba sa ka se utlwang mashano aa a lona? “ Ka baka leo, Morena Modimo o bua tjena: Bonang mona, ke hanyetsana le dithotho tsena tsa lona tsa boloi, tseo ka tsona le tshwasang batho jwalokaha eka ke dinonyana. Ke tla di kgaola matsohong a lona, ke lokolle batho bana bao le ba tshwasang ka tsona jwalokaha eka ke dinonyana. Ke tla tabola le masira a lona, ke pholose setjhaba sa ka matsohong a lona. Se ke ke sa hlola se wela matsohong a lona ho iketsetsa borata ka sona, mme le tla tseba hore ke nna Morena. Ka baka la mashano a lona le swabisitse ba lokileng, bao nna ke sa ba swabisang; la kgothaletsa ya kgopo, hore a se ke a kgeloha tsela ya hae e kgopo, e le hore a tle a se ke a phela. Ka baka leo, ha le sa tla hlola le bona dipono tsa mafeela, kapa hona ho noha, hobane ke tla lopolla setjhaba sa ka matsohong a lona, mme le tla tseba hore ke nna Morena! ” Baholo ba bang ba setjhaba sa Iseraele ba tla ho nna, ba dula kapele ho nna. Lentswe la Morena la fihla ho nna, la re: “Wena ngwana motho, batho bana ba rapela medingwana ya bohata ka dipelong tsa bona. Ba beile sekgopi sa dibe tsa bona kapele ho difahleho tsa bona. Na nka dumela hore ba tlo mpotsa? “Ka lebaka lena, bua le bona, o re: Morena Modimo o bua tjena: Ha Moiseraele ofe kapa ofe ya rapelang modingwana wa bohata ka pelong ya hae, ya beang sekgopi sa dibe tsa hae kapele ho sefahleho sa hae, a etla ho moporofeta, ke nna Morena ya tla mo arabela, ho latela bongata ba medingwana ya hae ya bohata. Ke tla etsa hona e le ho hapa dipelo tsa bana ba Iseraele, hobane bohle ba mphuraletse ka baka la medingwana ya bona ya bohata. “Ka baka lena, ere ho bana ba Iseraele: Morena Modimo o bua tjena: Bakang, le furalle medingwana ya lona ya bohata, le furalle le mesebetsi ya lona yohle e manyala! “ Ha motho ofe kapa ofe wa setjhaba sa Iseraele, kapa ofe le ofe wa baditjhaba, ya jakileng naheng ya Iseraele, ya ikarohanyang le nna, ya rapelang medingwana ya bohata ka pelong ya hae, a bea sekgopi sa sebe sa hae kapele ho sefahleho sa hae, mme a eya ho moporofeta ho ya mmotsa, ke nna Morena ka sebele ya tla mo araba. Motho ya jwalo ke tla mo lwantsha, ke mo etse setsoto le sesomo, ke mo kgaole setjhabeng sa ka, mme le tla tseba hore ke nna Morena. “ Haeba moporofeta a ka thetswa hore a porofete, ke hobane ke nna Morena ya thetsitseng moporofeta eo, mme ke tla otlollela letsoho la ka hodima hae, ke mo timetse setjhabeng sa ka sa Iseraele. Moporofeta eo le ya mmotsang ba tla jara kotlo ya bokgopo ba bona. Kotlo ya moporofeta e tla tshwana le kotlo ya ya mmotsitseng. Kahoo bana ba Iseraele ha ba sa tla hlola ba mphuralla, mme ha ba sa tla hlola ba silafatswa ke ditshito tsa bona; e tla ba setjhaba sa ka, mme nna ke be Modimo wa sona, ho rialo Morena Modimo. ” Lentswe la Morena la boela la fihla ho nna, la re: “Wena ngwana motho, ha setjhaba sa naha se ntshitelwa haholo ka ho ntlhokela botshepehi, ke tla otlollela letsoho la ka hodima naha eo, ke fedise dijo tsa naha eo, ke e tlisetse sekoboto, ke bolaye baahi ba yona, le diphoofolo tsa yona. Leha eba banna bana ba bararo: Nowe, Daniele le Jobo, ba ne ba phela naheng eo, ho loka ha bona ho ne ho tla lopolla bona feela, ho rialo Morena. “Ha nka romela diphoofolo tse hlaha ho feta hara naha eo, mme di bolaya batho, naha e sala e se na motho, ho se le motho ya ka fetang hara yona; haeba banna bana ba bararo ba ne ba le naheng eo, ke a ikana, ho rialo Morena Modimo, ba ne ba ke ke ba lopolla bara ba bona kapa baradi ba bona naheng eo. E ne e tla ba bona feela ba ka pholoswang, empa naha yona e ne e tla fetoha nanaola. “Kapa ha nka bolaya baahi ba naha eo ka sabole, mme ka re: Sabole a e ke e bolaye baahi ba naha ena! ebe ke bolaya batho ba yona le diphoofolo tsa yona; haeba banna bana ba bararo ba ne ba le naheng eo, ke a ikana, ho rialo Morena, ba ne ba ke ke ba lopolla bara ba bona kapa baradi ba bona naheng eo. “Kapa ha nka romela lefu la sewa naheng eo, kgalefo ya ka ka e hlatsetsa naheng eo ka ho tsholla madi, ka bolaya batho le diphoofolo; haeba Nowe le Daniele le Jobo ba ne ba phela naheng eo, ke a hlapanya, ho rialo Morena Modimo, ba ne ba ke ke ba lopolla mora kapa moradi; ho loka ha bona ho ne ho tla lopolla bona feela. “Morena Modimo o bua tjena: Ho tla tshabeha hakaakang Jerusalema ha ke e romela dikotlo tsa ka tse nne, e leng sabole, sekoboto, dibatana le lefu la sewa, ho bolaya baahi ba naha eo le diphoofolo tsa yona! Empa ho tla ba le masalla, e leng bara le baradi ba tla ntshwa Jerusalema. Ba tla tla ho lona, mme etlare ha le bona boitshwaro ba bona le diketso tsa bona le tshedisehe mabapa le koduwa eo ke e dihetseng hodima Jerusalema, e leng dikoduwa tsohle tseo ke di dihetseng hodima yona. Le tla tshediseha ha le bona boitshwaro ba bona, le diketso tsa bona, hobane le tla be le tseba hore tsena di entswe ke nna ka mabaka, ho rialo Morena Modimo.” Lentswe la Morena la fihla ho nna, la re: “Wena ngwana motho, fate sa morara se feta fate tse ding kang? Kala la wona le feta la fate tsa moru jwang? Na ebe lehong la sefate sa morara le ka sebediswa ho etsa ntho ya bohlokwa? Na ebe ka lona ho ka etswa semapo, hodima sona yaba phahlo di a fanyehwa? Ha le akgelwa mollong, le beswa, ntlha tsa lona tse pedi di etjha, bohare ba lona bo sala e le mashala, na ho ka etswa ntho ya bohlokwa ka lona? Leha le ne le ntse le sa feletse, ntho ya bohlokwa e ne ke ke ya etswa ka lona; jwale ha le se le tjhesitswe ke mollo, le tjhele, le setse e le mashala, na ho ka etswa ntho ya bohlokwa ka lona? “Ka baka leo, Morena Modimo o bua tjena: Fate sa morara hara difate tsa moru, mosebetsi wa sona ke ho besa mollo; le baahi ba Jerusalema ba tla ba jwalo! Ke tla ba tiisetsa sefahleho, ke ba lwantshe; ba tla phonyoha mollong wa pele, wa bobedi wona o ba tjhese, o ba timetse; kahoo le tla tseba hoba ke nna Morena, ha ke ba tiisetsa sefahleho, ke ba lwantsha. Naha ke tla e fetola, e be nanaola, hobane ba ile ba ntlhokela botshepehi, Morena Modimo o bua jwalo.” Lentswe la Morena la boela la fihla ho nna, la re: “Wena ngwana motho, tsebisa Jerusalema manyala a yona, o re: Morena Modimo o bua tjena ho Jerusalema: Moo o hlahetseng teng, moo o tswaletsweng teng, ke naheng ya Kanana. Ntatao e ne e le Moamore, mmao yena e le Mohete. Tsa tswalo ya hao di bile tjena: Mohla o neng o hlaha, kalana ya hao ha e a ka ya kgaolwa; ha o a ka wa hlatsuwa ka metsi hore o hlweke; ha o a ka wa pikitlwa ka letswai, leha e le hona ho phuthelwa ka masela. Ha ho le ya mong ya kileng a o hauhela, a o etsetsa dintho tsena, kapa a o utlwela bohloko. Mohla letsatsi la tswalo ya hao wa na wa lahlelwa hara naha, hobane o ne o nyonyeha. “ Yare ha ke feta pela hao, ka o bona o le ditshila ke madi a hao. Ka bua le wena o ntso le madi jwalo, ka re: “Phela!” E, ka rialo ho wena o ntso le madi, ka re: “Phela!” “ Ka etsa hore o hole jwaloka semela sa naha; wa fela wa hola, wa phethahala, wa fetoha morwetsana e motlemotle. Wa tswa diola-molora, wa mela moriri, empa wa sala o ntso tsotse, o le feela. “ Hamorao ha ke feta pela hao hape, ke o tadima, ka bona hore o se o hodile hoo o lokelang ho ferehwa. Yaba ke o apesa seaparo sa ka ho pata bofeela ba hao. Ka o hlapanyetsa, ka etsa selekane le wena, mme wa ba wa ka, ho rialo Morena Modimo. “ Jwale ka o hlatswa ka metsi, ka o hlatswisisa ho tlosa madi a ho wena, ka o tlotsa ka ole. Ka o tentsha mose o homilweng, ka o rwesa meqathatso ya letlalo la qibi. Ka o rwesa moqhaka wa lene e ntle, ka o apesa seaparo sa sileka. Ka o tlatlapetsa mekgabiso, ka o rwesa dipetja matsohong, molaleng ka o rwesa sekgama. Ka o rwesa lesale nkong, ditsebeng ka o rwesa masale a mmofa, ka ba ka o rwesa le mofapahlooho o motle. Kahoo o no tlatlapetse mekgabiso ya kgauta le ya silefera, diaparo tsa hao e le tsa lene e ntle le tsa sileka e homilweng. Dijo tsa hao e ne e le tsa phofo e thumisehileng, le mahe a dinotshi le ole. Wa ba motle ka ho fetisisa, wa atleha, wa ba wa ba mofumahadi. Ka baka la botle ba hao, botumo ba hao ba tlalatlala hara baditjhaba, hobane mekgabiso eo ke neng ke o kgabisitse ka yona e ile ya etsa hore botle ba hao bo phethehe, ho rialo Morena Modimo. “ Empa o ile wa tshepa botle ba hao, botumo ba hao ba o fetola seotswa, wa etsa bohlola le bohle ba fetang ka tsela, wa ba wa bona. Wa nka tse ding tsa diaparo tsa hao, wa kgabisa dibaka tsa hao tsa borapedi ka tsona, di le mebalabala, mme wa etsetsa bootswa ba hao hona moo. Dintho tsa mofuta ona ha di a lokela ho etsahala, kapa ho ba teng. Wa nka le mabenyane a matle a kgauta le a silefera, ao ke neng ke o file wona, wa iketsetsa medingwana e metona ka wona, mme wa feba le yona. Wa nka diaparo tsa hao tse homilweng, wa e apesa tsona, wa e nyehella ka ole ya ka le ka mokubetso wa ka. Wa e nyehella le ka dijo tsa ka, tseo ke o fileng tsona hore o di je, e leng tsa phofo e thumisehileng, le mahe a dinotshi, le ole, hore e be mokubetso o monko o monate. Tsena ke tsona tse ileng tsa etsahala, ho rialo Morena Modimo. “ Wa nka le bara le baradi ba hao, bao o ntswaletseng bona, wa etsetsa medingwana ena sehlabelo ka bona hore e ba je. Na o ila bona bootswa boo ba hao bo sa lekana, hoo o bileng wa bolaya bana ba ka, mme ka bona wa etsetsa medingwana eo setjheso? Ha o ntse o etsa manyala ana a hao le bootswa bona ba hao, ha o a ka wa hopola matsatsi a botjha ba hao, ha o ne o tsotse, o le feela, o le ditshila ke madi a hao. “ O madimabe! O madimabe hakaakang! ho rialo Morena Modimo. Hoba o etse bobe bona bohle ba hao, o ile wa ikgahela dibaka tsa borapedi mabaleng wohle. Mateanong wohle a ditsela o ile wa haha dibaka tsa borapedi, wa tlontlolla botle ba hao, wa ipeketlela bohle ba fetang ka tsela, wa totisa bootswa ba hao. O bile o entse bootswa le Baegepeta ba ahisaneng le wena, ba tletseng ditakatso tsa nama, wa totisa bootswa bona ba hao, mme wa nkgalefisa. “ Jwale ke otlolletse letsoho la ka hodima hao, ka fokotsa seo ke neng ke o abetse sona, ka neelana ka wena matsohong a ba o hloileng, e leng baradi ba Bafilesita, bao mekgwa ya hao ya bootswa e neng e ba hlabisa dihlong. “ Kahobane o ne o sa kgotsofale, le Baasiria o entse bootswa le bona. E, o bile seotswa sa bona, empa le bona ha ba a ka ba o kgotsofatsa. Hapehape o entse bootswa bo bongata ho ya fihla naheng ya Bakalatiya, e leng naha ya bahwebi, empa le bona ha ba a ka ba o kgotsofatsa. “ O tjhatjheha hakaakang ha o etsa dintho tsee, o etsisa seotswa se hlokang dihlong! ho rialo Morena Modimo. Ha o ne o haha dibaka tsa borapedi mateanong a ditsela, le mabaleng wohle, o ne o sa ke seotswa, hobane o ne o sa batle tjhelete. “ O mosadi wa sefebe, ya febang le banna ba bang, ho ena le ho rata monna wa hao! Mosadi wa seotswa o newa tjhelete, empa wena o fana ka dimpho ho baratuwa bohle ba hao, o ba reka hore ba tle ho wena ba etswa hohle, ho tla feba le wena. Bootswa ba hao bo fapane le ba basadi ba bang ba diotswa, hobane ha ho monna ya o salamang hore o etse bootswa le yena. Wena ha o fumane moputso wa bootswa, empa ke wena ya fanang ka moputso: Ka baka leo, o fapane le diotswa tse ding. “ Ka baka leo, wena seotswa towe! utlwa lentswe la Morena. Morena Modimo o bua tjena: Erekaha o hafakile ditjhelete tsa hao, wa pepesa bofeela ba hao, ha o ne o etsa bootswa le baratuwa ba hao, le medingwana ya hao e manyala, eo o e etseditseng sehlabelo ka bara ba hao; ka baka leo, ke tla phutha baratuwa ba hao bohle, bao o neng o ithabisa le bona; bohle bao o neng o ba rata, le bohle bao o neng o ba hloile. Ke tla ba bokella, ba o etsetse sakana-la-nkope, ke ba pepesetse bofeela ba hao, hore ba o bonele. Ke tla o ahlola ka kahlolo ya basadi ba difebe le ba babolai. Ka baka la kgalefo ya ka le bohale ba ka, ke tla iphetetsa ho wena, ke o ahlolele lefu. Ke tla neelana ka wena matsohong a baratuwa bao ba hao, ba heletse dibaka tseo o etsetsang bootswa ho tsona, le dibaka tsa hao tsa borapedi. Ba tla o hlobodisa diaparo tsa hao, ba nke le mabenyane a hao, ba o siye o tsotse, o le feela. Ba tla hlohleletsa mokgopi hore o o tlepetse ka majwe, o o etse ditsekana ka disabole tsa wona. Baratuwa bao ba tla tjhesa matlo a hao, ba o ahlolele moo basadi ba bangata ba ntseng ba tadimile. Ke tla fedisa bootswa ba hao, mme ha o sa tla hlola o nea baratuwa ba hao tjhelete. Bohale ba ka ho wena bo tla kokobela, le kgalefo ya ka e kgaotse, ke kgutse, ke se hlole ke o halefela hape. “ Erekaha o sa ka wa hopola matsatsi a botjha ba hao, wa nna wa nkgalefisa ka ho etsa dintho tsena, bona mona he, le nna ke tla iphetetsa ka baka la tsena tseo o di entseng, ho rialo Morena Modimo. Na ha wa ka wa eketsa bootswa hodima manyala wohle ao o a entseng? “ Motho ka mong ya sebedisang maele, ha a bua ka wena Jerusalema, o tla sebedisa maele a reng: “Ngwana tadi o tsejwa ka mereto.” O fela o le moradi wa mmao kannete, yena ya neng a nyonya monna wa hae le bana ba hae. O tshwana hantle le bana beno, ba neng ba nyonya banna ba bona le bana ba bona. Mma lona e ne e le Mohete, ntata lona yena e le Moamore. Moholwane wa hao ke Samaria, yena ya phelang le baradi ba hae ka leboya ho wena. Moena wa hao ke Sodoma, yena ya phelang le baradi ba hae ka borwa ho wena. Empa wena ha o a ka wa tsamaya mehlaleng ya bona, leha e le ho etsa diketso tsa bona tse manyala; feela e ne eka ke ntho e nyenyane ho wena ha mekgwa ya hao yohle e bodile ho feta ya bona. Ruri ke a hlapanya, ho rialo Morena Modimo, moena wa hao Sodoma, esita le baradi ba hae, ha ba a ka ba etsa seo wena le baradi ba hao le se entseng. “ Bona mona he, sena e bile sona sebe sa moena wa hao Sodoma: Yena le baradi ba hae ba ne ba ikgohomosa, ba pesotse dimpa, ba phela ka boiketlo, ba sa thuse bafumanehi kapa bahloki. Ba ne ba ikakasa, ba etsa manyala mahlong a ka; kahoo ka ba fedisa jwalokaha le wena o bone. Samaria ha e a etsa le halofo ya dibe tseo o di entseng, empa wena o entse manyala a mangata ho feta a Samaria, wa etsa hore manyala a bana beno a tadimehe e se letho ha a bapiswa le ao o a entseng. Jara sekgobo sa dibe tsa hao, hobane o entse hore e ka bana beno ba lokile ho o feta. Dibe tsa hao di nyonyeha ho feta tsa bona, hoo ekang ba lokile ho o feta. Ka baka leo, swaba, o hlajwe ke dihlong, hobane o entse hore e ke ba lokile ho o feta. “ Ke tla boela ke atlehisa Sodoma le baradi ba hae, le Samaria le baradi ba hae; le wena Jerusalema, ke tla o atlehisa, e le hore o tle o jare sekgobo sa dibe tsa hao, o hlajwe ke dihlong, ka baka la tsohle tseo o di entseng ha o ne o ba tshedisa. Ha e le bana beno, e leng Sodoma le baradi ba hae, le Samaria le baradi ba hae, ba tla boela ba eba seo ba neng ba le sona pele; le wena le baradi ba hao le tla boela le eba seo le kileng la ba sona pele. Ha o ne o sa ntsane o ikgohomosa, o ne o sa rate le ho bitsa lebitso la ngwaneno Sodoma, bokgopo ba hao bo eso pepeswe. Empa jwale o tshwana le Sodoma hantle, o fetohile sesomo ho Baarame le ho Bafilesita, esita le ho ba ahisaneng le wena, ba o hloileng. O tla otlelwa bokgopo ba hao, le diketso tsa hao tse manyala, ho rialo Morena. “ Morena Modimo o bua tjena: Ke tla o etsa kamoo o entseng kateng, hobane o nyedisitse kano ya ka ka ho senya selekane. Leha ho le jwalo ke tla hopola selekane seo, seo ke se entseng le wena mehleng ya botjha ba hao, mme ke tla etsa selekane sa kamehla yohle le wena. Jwale o tla hopola ditsela tsa hao, o hlajwe ke dihlong ha o amohela bana beno, ba baholo le ba banyenyane. Ke o nea bona e le baradi ba hao, empa e seng ka baka la selekane seo ke se entseng le wena. Ke tla etsa selekane le wena, mme o tla tseba hore ke nna Morena. Ke tla o tshwarela dibe tsohle tseo o di entseng, empa o tla nne o di hopole, o hlajwe ke dihlong hoo o ke keng wa ahlamisa molomo wa hao, ho rialo Morena Modimo. ” Lentswe la Morena la fihla ho nna, la re: “Wena ngwana motho, etsa selotho, mme o phetele ba ntlo ya Iseraele papiso. O re ho bona: Morena Modimo o bua tjena: “ Ntsu e kgolo, e mapheo a maholo, a malelele, a thathaletseng, a masiba a mangata, a mebalabala, ya fihla naheng ya Lebanone, ya dula kaleng la kedare, kaleng le hodimodimo. Ya qotha lehlahla le le hodimodimo, ya ya le lona naheng ya bahwebi, ya le hloma kahara motse wa bahwebi. “ Ntsu ya nka le peo ya naha eo, ya ya e jala mobung wa selokwe, ya e uta pela metsi a nwesetsang, ya e hloma sa lekala la moduwane. Peo ya mela, ya eba fate sa morara, morara wa kakatjhelana, o thathaletseng; makala a wona a melela hodimo, ho ntsu, metso ya wona ya melela tlase, ya eba morara, makala a mela, a thathalla, a medisa le mahaba. “ Ho no ena le ntsu e nngwe hape e kgolo, e mapheo a maholo, a masiba a mangata; morara wa lebisa metso ya wona ho ntsu eo, le makala a wona a lebiswa ho yona, hore e o nwesetse ka metsi a mangata ho feta kamoo o nwesetswang kateng. Morara o no so hlonngwe mobung wa selokwe, o hlonngwe pela metsi, metsi a nwesetsang, hore o tlo medise makala a wona, o a medise, a behe le ditholwana, e be morara wa bohlokwa, o motlemotle. “Ere ho bona Morena Modimo o bua tjena: “ Morara o jwalo na o ka atleha? Ha o tlo fotholwa ka metso, tholwana tsa wona di hlohlorwe, di omelle? Mahaba a wona wohle a tla omella! Ho o fothola ka metso ho tla ba bobebe, ha ho hloke matla kapa letshwele la batho. Ha o hlongwa sethopo na o tla atleha? Ha o tlo omella, e be lehohorwana, ha moya wa botjhabela o fokela ho wona? O tla omellela moo o lemilweng teng. ” Lentswe la Morena la fihla ho nna hape, la re: “Botsa setjhaba sena sa bafetohedi, o re: Na ha le tsebe se bolelwang ke ntho tsee? Bonang mona, kgosi ya Babilona e ile ya fihla Jerusalema, ya thopa kgosi ya Jerusalema le mahosana a yona, bohle ya ba isa Babilona. E nkile kgosana e nngwe ya madi, ya etsa selekane le yona, ya ba ya e hlapantsha. E nkile le bahlabani ba naha eo, hore mmuso oo o tlo fokole, o sitwe ho e tsohela matla, o tsitse ka ho boloka selekane se ntse se le jwalo. Empa kgosana e ile ya fetohela kgosi ya Babilona, ya romela maqosa a yona Egepeta, ya kopa hore e thuswe ka dipere le ka bahlabani ba bangata. Na kgosana eo e tla atleha? Na ya etsang tse tjee a ka phonyoha? Na a ka senya selekane yaba o a lopoloha? “ Ke a hlapanya, ho rialo Morena Modimo; ruri o tla shwela Babilona, e leng moo kgosi e ileng ya mmea hore e be kgosi e phelang teng, yona kgosi eo a nyedisitseng kano eo a ileng a e etsa le yona, a senya le selekane sa kgosi eo. Esita le Faro, ka lebotho la hae le matla, le ka setjhaba sa hae se sengata, ha a ka ke a mo thusa ka letho ntweng, ha setjhaba sa Babilona se haha marako a thibella le diqhobosheane hore se tle se bolaye batho ba bangata. O nyedisitse kano ka ho senya selekane seo a neng a se hlapanyeditse, a etsa dintho tsena tsohle; kahoo a ke ke a phonyoha. “ Ka baka leo, Morena Modimo o bua tjena: Ke a hlapanya, ruri ke tla mo otlela kano ya ka eo a e nyedisitseng, le selekane sa ka seo a se sentseng. Ke tla mo tjhehela leraba le tla mo tshwasa, ke mo ise Babilona, mme hona moo ke mo ahlolele ho se tshepahale ha hae ka ho mphetohela. Baphaphathehi ba hae bohle le mabotho a hae wohle, batho bana kaofela ba tla bolawa ka sabole, masalla a bona a qhalanyetswe hohle lefatsheng, mme le tla tseba hore ke nna Morena ya buileng jwalo. ” “ Morena Modimo o bua tjena: “ Le nna ke tla kgaola kala le hodimodimo, le hodimodimo la fate sa kedare, ke le hlome, ke qothe lehlahla kaleng le hodimodimo, ke le hlome hodima thaba e telele. Ke tla le hloma thabeng, thabeng e phahameng ya Iseraele; le tla mela makala, le behe ditholwana, le hole, e be sefate se kgahlehang sa kedare. Nonyana tsohle di tla hahela makaleng a sona, di dule moriting wa makala a sona. Fate tsohle tsa naha di tla tseba, di tsebe hore ke nna Morena. Fate tse telele ke a di diha, tsa dikakatjhelana tsona ke di hodise; tse talana ke di omeletse, tse omeletseng ebe di a tlokoma. “ Nna Morena, ke buile, mme ke tla etsa jwalo. ” Lentswe la Morena la fihla ho nna hape, la re: “Lona batho, le bolelang ka maele aa, ha le bua ka naha ya Iseraele, le re: “ Bo-ntata ba jele morara o bodila, jwale meno a bana a a thella? “Ke a le hlapanyetsa, ho rialo Morena Modimo, le ke ke la hlola le sebedisa maele ana naheng ya Iseraele. Bonang mona, motho e mong le e mong ke wa ka; ntata le yena mora, bobedi ba bona ke ba ka. Motho ya etsang sebe o tla shwa! “Empa ha motho a lokile, a etsa ho lokileng, ho nepahetseng; a sa jele bakeng tsa borapedi, bakeng tse dithabeng, a eso rapele medingwana ya Iseraele; a eso silafatse mosadi wa monna e mong, kapa a robala le mosadi ya nang le lehatlelo; motho ya eso ka a hatella motho, ya buseleditseng moadimi, a mmuseletsa peeletso ya hae, ya eso tlatlape motho, a mo tlatlapa ka mahahapa, empa a fepa ba lapileng, a ba fepa dijo tsa hae, ba hlobotseng le bona a ba apesa; ya sa adimaneng hore a fumane phaello, kapa hona ho inkela tswala e ngata; ya hanang ho etsa bokgopo, ya ahlolelang batho a se na leeme; ya mamelang ditaelo tsa ka, melao ya ka a e boloka ka botshepehi; ya jwalo o lokile, ke yena ya tla phela, ho rialo Morena Modimo. “Empa ha motho eo a ena le mora wa senokwane, ya tshollang madi, mme a etsa e nngwe ya tsena, le hoja ntatae yena a eso ka a di etsa: “A jela bakeng tsa borapedi, bakeng tse dithabeng, a silafatsa mosadi wa monna e mong; a hatella mafutsana le bahloki, a tlatlapa motho ka mahahapa, a sa buseletse moadimi a mmuseletsa peeletso ya hae, a rapela medingwana ya bohata, a etsa dintho tse manyala; a adimana hore a fumane phaello, a bile a inkela tswala e ngata. “Na ya tjee o tla phela? Tjhe, ha a ka ke a ba a phela! Kaha o entse dintho tsena tsohle tse manyala o tla fela a shwe, mme ebe ke yena ya ipolaileng. “Empa ha monna enwa a ena le mora ya bonang dibe tsohle tseo ntatae a di etsang, mme leha a di bona yena a sa di etse: “A sa jele bakeng tsa borapedi, bakeng tse dithabeng, a eso rapele medingwana ya Iseraele, a eso silafatse mosadi wa monna e mong; a eso ka a hatella motho, a eso batle peeletso ho maodimi, a eso tlatlape motho a mo tlatlapa ka mahahapa, empa a fepa ba lapileng a ba fepa dijo tsa hae, ba hlobotseng le bona a ba apesa; ya hanang ho etsa bokgopo, ya sa adimaneng hore a fumane phaello, kapa hona ho inkela tswala e ngata; ya jwalo o mamela ditaelo tsa ka, le melao ya ka o a e boloka. “A ke ke a shwa ka baka la bokgopo ba ntatae; ruri o tla phela. Ha e le ntatae yena o tla shwa ka baka la bokgopo ba hae, hobane o hateletse ngwanabo, a mo tlatlapa ka mahahapa, a ba a etsa tse mpe hara setjhaba sa habo. “Empa lona le a botsa, le re: Ke hobaneng ha mora a sa jariswe bokgopo ba ntatae? Ha mora a entse ho lokileng, ho nepahetseng, a bolokile ditaelo tsa ka, a di phethile, ruri o tla phela. Motho ya etsang sebe ke yena ya tla shwa. Mora a ke ke a jariswa bokgopo ba ntatae, le ntatae a ke ke a jariswa bokgopo ba mora wa hae. Ho loka ha ya lokileng e tla ba ha hae, bokgopo ba ya kgopo le bona e be ba hae. “Empa ha ya kgopo a furalla dibe tsa hae tsohle, tseo a di entseng, mme a boloka melao ya ka yohle, a etsa ho lokileng, ho nepahetseng, ruri o tla phela, a ke ke a shwa. Ditshito tsa hae tsohle, tseo a di entseng, a ke ke a hlola a sa di hopotswa. O tla phela ka baka la diketso tsa hae tse lokileng. Na nna ke thabela lefu la ya kgopo, ho ena le hore a furalle ditsela tsa hae, mme a phele? ho rialo Morena Modimo. “Empa ha motho ya lokileng a furalla ho loka ha hae, mme a etsa bokgopo, a etsa dintho tse manyala, tse etsweng ke motho ya kgopo, na motho eo o tla phela? Dintho tsohle tse lokileng tseo a di entseng ha di sa tla bolelwa. O tla shwa ka baka la ditshito tsa hae, tseo a sitilweng ka tsona, le ka baka la dibe tsa hae, tseo a di entseng. “Feela lona le re: Tsela ya Morena ha e a loka. Utlwang, lona ba ntlo ya Iseraele: Na tsela ya ka ha e a loka? Na hase ditsela tsa lona tse sa lokang? Ha motho ya lokileng a furalla ho loka ha hae, mme a etsa bokgopo, o tla shwela ho bona; o tla shwa ka baka la bokgopo boo a bo entseng. Empa ha motho ya kgopo a furalla bokgopo ba hae, boo a bo entseng, mme a etsa ho lokileng, ho nepahetseng, a ke ke a shwa. Kaha a lemoha ditshito tsa hae tsohle, tseo a di entseng, mme a di furalla, ruri o tla phela, a ke ke a shwa. Feela ba ntlo ya Iseraele ba re: Tsela ya Morena ha e a loka. Lona ba ntlo ya Iseraele, na tsela tsa ka ha di a loka? Na hase ditsela tsa lona tse sa lokang? “Ka baka leo, lona ba ntlo ya Iseraele, ke tla ahlola motho ka mong ho ya ka ditsela tsa hae, ho rialo Morena Modimo. Bakang, le furalle ditshito tsa lona tsohle; kahoo bokgopo bo ke ke ba le timetsa. Furallang ditshito tsa lona tsohle tseo le sitilweng ka tsona, le be le pelo e ntjha le moya o motjha. Ke hobaneng ha le rata ho shwa, lona ba ntlo ya Iseraele? Bakang, mme le phele, hobane ha ho eo ke thabelang lefu la hae, ho rialo Morena Modimo.” “Llela mahosana a Iseraele, o re: “ Mmao e ne le tauhadi, tauhadi hara ditau! Selao sa hae se ne se le hara ditau, a hodisa madinyane a hae, a a hodisetsa hara ditawana. Le leng la madinyane a hae a le hodisa, la fetoha tawana; tawana ya ithuta ho tsoma le ho harola, ya harola, ya eba sejabatho. Yaba ditjhaba di utlwela ka yona, tsa e tjheha, ya wela ka lemeneng la tsona, tsa e tlama ka mahlaahlela, tsa e isa naheng ya Egepeta. “ Ha tauhadi e bona hore e lebeletse lelea, tshepo ya yona e se e bile e fedile, ya nka le leng la madinyane a yona, ya le hodisa, la fetoha tawana. Dinyane la feresa kahara ditau tse kgolo, la hola, la ba la fetoha tawana; tawana ya ithuta ho tsoma le ho harola, ya harola, ya eba sejabatho. Qhobosheane tsa bona ya di heletsa, metse ya bona le yona ya e ripitla. Baahi bohle ba naha eo ba tshoha, ba tshoswa ke tawana ha e puruma. Yaba tjhaba di futuhela tawana, tsa e futuhela di etswa kahohle; tsa e tjhehela leraba e tle e tshwaswe, mme ya wela ka lemeneng la tsona. Tsa e kenya ka mokibeng e le mahlaahlela, tsa e isa ho kgosi ya Babilona; tsa a hlahlela ka tjhankaneng ho puruma ha yona ho se ke ha utlwahala, ho se utlwahale thabeng tsa Iseraele. “ Mmao o ne a ka sefate, sefate sa morara, fate se lenngweng pela metsi a nwesetsang, sa beha haholo, makala a etsa makgasikgasi. Makala a sona a nyanya hantle, a etsetsa babusi mare a puso; fate sa hola, sa lopalla hara makala, sa lopalla, sa ebesela makala. Empa sa fotholwa ka kgalefo, sa fotholwa, sa dihelwa fatshe; moya wa botjhabela wa omeletsa tholwana tsa sona, makala a sona a nyantseng a ba a robeha, a omella, mollo wa a tjhesa, wa a fedisa. Kajeno fate sena se lenngwe hara lehwatata, mobung o omeletseng, sebataolong. Kutung ya sefate ho ile ha qhoma mollo, wa tjhesa makala, wa tjhesa le tholwana tsa sona; kahoo makala a nyantseng ha se na wona, ha se na le le ka etsang lere la puso. “Ena ke yona kodi-ya-malla, mme e tla nne e be kodi-ya-malla.” Ka letsatsi la leshome la kgwedi ya bohlano selemong sa bosupa, ba bang ba baholo ba Iseraele ba tla botsa Morena, mme ba dula fatshe kapele ho nna. Yaba lentswe la Morena le fihla ho nna, le re: “Wena ngwana motho, bua le baholo ba Iseraele, o re ho bona: Morena Modimo o bua tjena: Na le tlile ho mpotsa? Ke a le hlapanyetsa, ho rialo Morena Modimo, ha nka ke ka le dumella ho mpotsa. “Na o tla ba ahlola, wena ngwana motho? Na o tla ba ahlola? Ba bolelle manyala ao bo-ntata bona ba a entseng, o re ho bona: Morena Modimo o bua tjena: Mohla ke neng ke kgetha Iseraele, ke ile ka hlapanyetsa ditloholo tsa ntlo ya Jakobo, ka ba ka iponahatsa ho tsona ha di le naheng ya Egepeta. Ka bua le tsona ke phahamisitse letsoho la ka, ka re: “Ke nna Morena Modimo wa lona.” Mohlang oo ke ne ke di hlapanyetse hore ke tla di ntsha naheng ya Egepeta, ke di ise naheng eo ke di kgethetseng yona, e phallang lebese le mahe a dinotshi, e fetang dinaha tsohle ka botle. Yaba ke re ho ditloholo tseo: “Motho ka mong a furalle manyala a hohelang mahlo a hae, mme le se ke la itshilafatsa ka medingwana ya bohata ya Egepeta. Ke nna Morena Modimo wa lona.” “ Empa ba ile ba mphetohela, ba se ke ba mmamela; motho ka mong a hana ho furalla manyala a hohelang mahlo a hae, leha e le hona ho furalla medingwana ya bohata ya Egepeta. Yaba ke re: Ke tla hlatsetsa kgalefo ya ka hodima bona, bohale ba ka bo felle hodima bona, hona naheng eo ya Egepeta. Empa ka boulela lebitso la ka, hore le se ke la silafatswa mahlong a ditjhaba tseo ba neng ba phela hara tsona, ka iponahatsa ho Baiseraele ka ho ba ntsha naheng ya Egepeta, moo ditjhaba tseo di ntseng di bona. “ Ka baka lena, ke ile ka ba ntsha naheng ya Egepeta, ka ba isa lehwatateng. Ke ile ka ba nea ditaelo tsa ka, ka ba ruta melao eo ereng ha motho a e boloka a phele. Ka ba nea le Disabatha tsa ka hore e be sesupo pakeng tsa ka le bona, ba tle ba tsebe hore ke nna Morena ya ba halaletsang. “ Empa setjhaba sa Iseraele se ile sa mphetohela ha se le lehwatateng. Ha se a ka sa boloka ditaelo tsa ka, se ile sa nyedisa melao ya ka, eo ereng ha motho a e boloka a phele. Baiseraele ba ile ba silafatsa Disabatha tsa ka hampe. Yaba ke re: Ke tla hlatsetsa kgalefo ya ka hodima bona, ke ba timeletse hona moo lehwatateng. Empa ka boulela lebitso la ka, hore le se ke la silafatswa mahlong a baditjhaba ba boneng ha ke ntsha Baiseraele naheng ya Egepeta. Empa hona moo lehwatateng ka ba hlapanyetsa, ka re ha nka ke ka ba isa naheng eo ke ba neileng yona, e phallang lebese le mahe a dinotshi, e fetang dinaha tsohle ka botle. Ke kahobane ba nyedisitse melao ya ka, ha ba a ka ba boloka ditaelo tsa ka, ba silafaditse Disabatha tsa ka, mme dipelo tsa bona di hapilwe ke medingwana ya bohata. “ Leha ho le jwalo ke ile ka ba hauhela, ka se ke ka ba timetsa, kapa hona ho ba fedisa, ha ba le lehwatateng. Empa ke ile ka re ho bana ba bona ha ba le lehwatateng: “Le se ke la tsamaya ka ditaelo tsa bontata lona, kapa la mamela melao ya bona, kapa la itshilafatsa ka medingwana ya bohata. Ke nna Morena Modimo wa lona; tsamayang ka ditaelo tsa ka, le hlokomele ho mamela melao ya ka. Halaletsang Disabatha tsa ka, hore e tle e be sesupo pakeng tsa ka le lona. Ka hona le tla tseba hore ke nna Morena Modimo wa lona.” “ Empa le bana ba bona ba mphetohetse: Ha ba a ka ba tsamaya ka ditaelo tsa ka, ha ba a ka ba hlokomela ho mamela melao ya ka, eo ereng ha motho a e boloka a phele. Ba silafaditse le Disabatha tsa ka. Yaba ke re: Ke tla hlatsetsa kgalefo ya ka hodima bona, bohale ba ka bo felle hodima bona hona moo lehwatateng. Empa ka baka la ho boulela lebitso la ka hore le se ke la silafatswa mahlong a ditjhaba tse boneng ha ke ntsha Baiseraele naheng ya Egepeta, ha ke a ka ka ba isa letsoho. Ke ile ka ba hlapanyetsa ha ba le lehwatateng, hore ke tla ba qhalanya hara baditjhaba, ke ba hasanye hara dinaha, hobane ha ba a ka ba phetha melao ya ka, ba nyedisitse ditaelo tsa ka, ba silafatsa Disabatha tsa ka, ba sebeletsa medingwana ya bo-ntata bona ya bohata. “ Ka ba nea le ditaelo tse sa lokang, le melao e neng e ke ke ya ba phedisa. Ka ba tlohela ba itshilafatsa ka dimpho tsa bona, ba etsa sehlabelo sa setjheso ka matsibolo a bona, e le hore ba tle ba tshabe, mme ba tsebe hore ke nna Morena. “Ka baka lena, wena ngwana motho, bolella setjhaba sa Iseraele, o re ho sona: Morena Modimo o bua tjena: Bo-ntata lona ba ile ba nnyefola, ba mphuralla. Hoba ke ba fihlise naheng eo ke ikanneng hore ke tla ba nea yona, ba ile ba etsetsa mahlabelo a bona dibakeng tsohle tsa borapedi, le tlasa difate tsohle tse talana. Ba ile ba mphephetsa ka dinyehelo tsa bona hore ke ba halefele. Ba tjhesa mokubetso wa bona o monko o monate, ba etsa dinyehelo tsa bona tsa dino. Yaba ke re ho bona: Dibaka tseo tsa borapedi, tseo le yang ho tsona, ke eng? ” Le kajeno-ya-bokajeno dibaka tseo di bitswa Dibaka tsa Borapedi. “Ka baka lena, ere ho ba ntlo ya Iseraele: Morena Modimo o bua tjena: Na le tla itshilafatsa jwaloka bo-ntata lona, le kgumamele medimo ya bona e nyonyehang? Ha le etsa dinyehelo ka dimpho tsa lona, le etsa sehlabelo sa setjheso ka bara ba lona, le ntse le tswela pele ho itshilafatsa ka medingwana ya lona ya bohata ho fihlela kajeno-ya-bokajeno, na lona ba ntlo ya Iseraele ke tla le dumella ho mpotsa? Ke a hlapanya, ho rialo Morena Modimo, ha nka ke ka le dumella ho mpotsa. “ Le re: “Re rata ho ba jwaloka baditjhaba, re be jwaloka baahi ba dinaha tse ding ba kgumamelang lehong le lejwe.” Empa seo le se nahanang ha se ka ke sa etsahala. “ Ke a hlapanya, ho rialo Morena Modimo, ruri ke tla le busa ka letsoho le matla, le otlolohileng, ke hlatsetse kgalefo ya ka hodima lona. Ke tla le ntsha hara baditjhaba, ke le phuthe dinaheng tseo ke neng ke le qhalanyeditse ho tsona ka letsoho la ka le matla, le otlolohileng, ka hlatsetsa kgalefo ya ka hodima lona. Ke tla le tlisa Lehwatateng la Ditjhaba, mme hona teng ke le ahlole fahleho di tadimane. Jwalokaha ke ile ka ahlola bo-ntata lona lehwatateng la naha ya Egepeta, le lona ke tla le ahlola, ho rialo Morena Modimo. “ Ke tla le busa ka thata, ke etse hore le ikokobeletse selekane sa ka. Ba mphetohelang, ba mphurallang, ke tla ba tlosa hara lona. Le hoja ke tla ba ntsha naheng eo ba phelang ho yona, ba ke ke ba hlola ba kena naheng ya Iseraele. Kahoo le tla tseba hore ke nna Morena. “ Ha e le lona ba ntlo ya Iseraele, Morena Modimo o bua tjena: Motho ka mong a ye, a sebeletse modingwana wa hae wa bohata! Empa hamorao le tla nkgopola; ha le sa tla hlola le silafatsa lebitso la ka le halalelang ka dimpho tsa lona le ka medingwana ya lona ya bohata. Bohle ba ntlo ya Iseraele ba tla ntshebeletsa hodima thaba ya ka e halalelang, e leng thaba e phahameng ya Iseraele, mme ke tla ba amohella teng, ho rialo Morena Modimo. Hona moo ke tla batla dinyehelo tsa lona tsa dilopotsiya tsa lona, hammoho le dimpho tsohle tsa lona, tse halalelang. Ha ke se ke le ntshitse hara baditjhaba, ke le phuthile dinaheng tsohle tseo ke neng ke le qhalanyeditse ho tsona, ke tla le amohela le le mokubetso o monko o monate, mme ka lona ke bonahatse kgalalelo ya ka ho ditjhaba. Kahoo le tla tseba hore ke nna Morena, ha ke le fihlisa naheng ya Iseraele, naha eo ke hlapantseng ka re ke tla e nea bo-ntata lona. Hona moo le tla hopola boitshwaro ba lona le diketso tsa lona tsohle, tseo le ileng la itshilafatsa ka tsona, mme le tla inyonya ka baka la bobe bohle boo le bo entseng. Lona ba ntlo ya Iseraele, le tla tseba hore ke nna Morena, ha ke le etsetsa tsena ka baka la ho boulela lebitso la ka, e seng ho ya ka tsela tsa lona tse kgopo, kapa ka diketso tsa lona tse mpe, ho rialo Morena Modimo. ” Lentswe la Morena la fihla ho nna, la re: “Wena ngwana motho, tadima borwa, o rute, o hanyetse naha e ka borwa, o porofetele moru wa naha e ka borwa. Ere ho moru o ka borwa: Mamela lentswe la Morena. Morena Modimo o bua tjena: Ke lekgatheng la ho hotetsa mollo o tla tjhesa difate tsa hao tsohle tse talana, le tse omeletseng. Lelakabe le laimang ha le ka ke la tingwa, le tla tjhesa bohle ho tloha borwa ho ya leboya. Batho bohle ba tla bona hore ke nna Morena ya o hoteditseng; ha o ka ke wa tingwa. ” Yaba ke re: “Oho, Morena Modimo! Ba ntse ba bua ka nna, ba re: Na ha a ipolelle ditshwantsho feela? ” Lentswe la Morena la fihla ho nna, la re: “Wena ngwana motho, tadima Jerusalema, o nyatse dibaka tse halalelang. Porofetela naha ya Iseraele. O bolelle naha eo ya Iseraele, o re: Morena o bua tjena: Bona, ke a o lwantsha, mme ke tla tsomula sabole ya ka selateng sa yona, ke bolaye baahi ba hao ba lokileng le ba kgopo. Erekaha ke tla bolaya ba lokileng le ba kgopo, sabole ya ka e tla tswa selateng sa yona, e bolaye batho bohle, ho tloha borwa ho isa leboya. Batho bohle ba tla tseba hore ke nna Morena, ya ntshitseng sabole ya ka selateng sa yona, mme ha e ka ke ya hlola e kgutlela ka ho sona. “Ka baka lena, fehelwa wena ngwana motho! Fehelwa ka pelo e bohloko le ka maswabi a maholo moo ba ntseng ba o bona. E tle ere ha ba o botsa, ba re: O fehellwang? wena o tle o ba arabe, o re: Ke ka baka la ditaba tse tlang. Dipelo tsohle di tla qhibidiha, matsoho wohle a fokole, sebete sohle se fele, le mangwele wohle a otlane ke letswalo. Taba tsena di a tla! Di tla phethahatswa, ho rialo Morena Modimo.” Lentswe la Morena la boela la fihla ho nna, la re: “Wena ngwana motho, porofeta, o re: Morena o bua tjena: “ Sabole ke eo! Sabole ke eo! E leoditswe ya ba ya tshotswa. E leoditswe hore e tle e etse mofela, ya tshotswa hore e phatsime sa lehadima! “ Na re lokela ho nyakalla, re thabe? Tjhaba sa ka se ile sa nyedisa, sa nyedisa dikotlo le dikeletso tsohle. “ Sabole e ntshitswe, e ntsheditswe ho tshotswa, hore e tshwarwe, e tiye ka letsohong; e leoditswe ya ba ya tshotswa, hore e newe mmolai ka letsohong. Bokolla, o howeletse, wena ngwana motho, hoba sabole e tlela setjhaba sa ka, e tlela mahosana a Iseraele. Matshabeho a tliswang ke sabole a tla wela setjhaba sa ka hodimo, a wele le mahosana a sona hodimo. Swaba, o kebise hlooho ya hao! “ Tjhaba sena sa ka ke se bea tekong; haeba se fela se hana ho baka, tsena tsohle di tla etsahala ho sona, ho rialo Morena Modimo. “Porofeta, ngwana motho, o be o ope diatla, sabole e hlathe habedi, e hlathe hararo, sabole ya ho ba bolaya e ba etsa mofela, e ba etseditse sakana-la-nkope. Ke beile sabole kgorong tsohle tsa bona, hore pelo tsa bona di tle di nyahame, ba bangata ba bona ba kgothometsehe, ba we. Jo! e tsekema jwaloka lehadima, e tshotseditswe hore e tle bolaye. Wena sabole e bohale, hlatha ka ho le letona, o hlathe ka ho le letshehadi, hohle moo o shebileng teng o hlathe. Le nna diatla tsa ka ke tla di opa, ebe kgalefo ya ka ya kokobela. Ke nna Morena ya buileng.” Lentswe la Morena la boela la fihla ho nna, la re: “Wena ngwana motho, etsa ditsela tse pedi, tseo sabole ya kgosi ya Babilona e tla tla ka tsona. Bobedi ba ditsela tseo di qale naheng e le nngwe. O etse letshwao le bontshang moo tsela e kgelohelang motseng teng. O etse tsela e le nngwe eo kgosi e tla futuhela motse wa Raba wa Baamone ka yona, le e nngwe eo kgosi e tla futuhela motse wa Juda le motse o haheleditsweng wa Jerusalema ka yona. Kgosi ya Babilona e tla emisa mateanong a ditsela, e emise mateanong a tsela tse pedi ho batla tsela. E tla laola ka ho etsa lotho ka metsu, e botse medimo ya yona ya lelapa, e hlahlobe sebete sa phoofolo e hlabilweng. Motsu o ka letsohong la yona le letona o tla supa Jerusalema, moo kgosi e tla isa ditshetlo teng, e laele hore ho bolawe, ho hlajwe mokgosi wa ntwa, ho bewe ditshetlo dikgorong tsa motse, ho hahwe marako, ho etsetswe motse thibella. Setjhaba sa Jerusalema ha se ka ke sa kgolwa taba ena ka baka la dilekane tseo se di entseng. Empa boporofeta bona ke bo se hopotsang dibe tsa sona, le ho se hlokomedisa hore se tla thopuwa. “Ka baka lena, Morena Modimo o bua tjena: Kahobane le entse hore ke se ke ka lebala dibe tsa lona ka ho mphetohela, mme dibe tseo tsa lona di pepesitswe ke diketso tsohle tsa lona; kahobane le entse hore ke se ke ka le lebala, le tla iswa bothopuweng. “ Wena kgosana e silafetseng, e kgopo ya Iseraele, letsatsi la kotlo ya hao le se le fihlile, mme bophelo ba hao bo kgopo bo tla fela! Kahoo Morena Modimo o bua tjena: Rola moqhaka, o role le wona mofapahlooho. Ditaba ha di sa tla ema jwaloka pele: Ba ikokobeditseng ba tla phahamiswa, empa ba iphahamisitseng ba tla kokobetswa. Lesupi! Lesupi! Motse ona ke tla o etsa lesupi! Ha o ka ke wa tsoswa ho fihlela eo e leng monga wona a fihla, ebe ke mo nea wona. “Wena ngwana motho, porofeta, o re: Morena Modimo o bua tjena ka Baamone le mahlapa a bona: “ Sabole! Sabole! E ntshitswe selateng ho bolaya, ya tshotswa hore e timetse, e phatsime sa lehadima. Dipono tsa lona ke tsa bohata, bonohe ba lona ke ba leshano, bo reng ka sabole le hlathe, le hlathe melala ya ba babe, le hlathe le ya ba kgopo, ba fihletsweg ke pheletso ya bona, bokgopo ba bona ebe bo a fela. Busetsa sabole selateng sa yona, ke tla o ahlolela naheng ya heno, naheng eo o tswaletsweng ho yona. Ke tla hlatsa kgalefo ya ka, ke e hlatsetse hodima hao, bohale ba ka bo tuke malakabe, ke neelane ka wena ho ba sehloho, bao e leng ditsebi tsa ho timetsa. O tla tjheswa ke mollo, o bo timele, madi a hao a tshollelwe naheng ya heno; ha o ka ke wa hlola o sa hopolwa, hobane nna ke leng Morena, ke buile. ” Lentswe la Morena la fihla ho nna, la re: “Wena ngwana motho, na motse oo o tla o ahlola? Na o tla ahlola motse oo wa babolai? O o supise manyala wohle a wona; ebe o re: Morena Modimo o bua tjena: Wena motse o itlisetsang timelo ka ho tsholla madi, o itshilafatsang ka ho rapela medingwana ya bohata, nako ya hao e a tla. O molato ka baka la madi ao o a tsholotseng; o itshilafaditse ka ho iketsetsa medingwana ya bohata. O kgutsufaditse matsatsi a hao, mme qetello ya dilemo tsa hao e se e fihlile. Ka baka lena, ke tla o etsa sekgobo ho baditjhaba, ke o etse sesomo dinaheng tsohle. Wena motse o tummeng ka bokgopo, o tletseng meferefere, o tla songwa ke ba haufi le ba hole. “ Bona kamoo e mong le e mong wa mahosana a Iseraele, ao e leng baahi ba hao, a sebedisang matla a hae ho tsholla madi kateng! Baahi ba hao ba nyedisa bo-ntata bona le bo-mma bona, ba hatella moditjhaba, ba hlorisa kgutsana le mohlolohadi. O hlompholotse dintho tsa ka tse halalelang, wa silafatsa Disabatha tsa ka. Baahi ba hao ba etseletsa ba bang, e le hore ba tle ba tsebe ho ba bolaya. Ba bang ba bona ba ja mahlabelo a etseditsweng medimo ya bohata. Ba bang ba phethahatsa ditakatso tsa bona tsa nama. Ba bang ba robala le basadi ba bo-ntata bona, ba bang ba robala le basadi ba silafetseng ke lehatlelo. Ba bang ba feba le basadi ba banna ba ahelaneng le bona, ba bang ba silafatsa dingwetsi tsa bona ka ho feba le tsona, ba bang ba robala le dikgaitsedi tsa bona, tse tswang mathekeng a bo-ntata bona. Ba bang ba amohetse tjotjo hore ba tle ba tsholle madi, ba bang ba iphumanela tswala e fetang tekanyo, ba fumana phaello ka ho hanyapetsa ba bang, mme jwale ba ntebetse, ho rialo Morena Modimo. “ Ruri ke tla o otlela phaello eo o e entseng, ke o otlele le madi ao o a tsholotseng. Na o tla hle o tiisetse, kapa o be sebete mohla ke o otlang? Ke nna Morena ya buileng, mme ke tla etsa kamoo ke buileng kateng. Ke tla o qhalanyetsa hara baditjhaba, ke o qhalanyetse le dinaheng tse ding, mme ke fedise ho silafala ha hao. O itshilafaditse mahlong a baditjhaba, mme o tla tseba hore ke nna Morena. ” Yaba lentswe la Morena le fihla ho nna, le re: “Wena ngwana motho, ho nna ba ntlo ya Iseraele ba fetohile manya; bohle ke lethose feela, le lekapakapa, le tshepe, le loto tse kahara sebopi; ke manya feela a silefera. Ka baka lena, Morena Modimo o bua tjena: Kahobane lona bohle le fetohile manya, ke tla le kgobokanya Jerusalema. Jwalokaha batho ba bokella silefera, le lethose, le tshepe, le loto, le lekapakapa ka seboping ho di qhibidisa ka mollo, le nna ke tla le kgobokanya kahara motse ke halefile, kgalefo ya ka e tlokoma, ke le tlohele hona teng, le qhibidihe. Ruri ke tla le kgobokanya, ke le butswele ka kgalefo ya ka e tlokomang, mme le qhibidihele hona moo. Jwalokaha silefera e qhibidisetswa ka seboping, le lona le tla qhibidisetswa hona moo Jerusalema, mme le tla tseba hore ke nna Morena ya hlatseditseng kgalefo ya ka hodima lona. ” Lentswe la Morena la boela la fihla ho nna, la re: “Wena ngwana motho, bolella naha ena, o re: O naha e eso ka e nelwa ke pula, kapa mafafatsane nakong ena eo ke halefileng ka yona. Kahare ho naha ena ho na le morero wa sekgukgu, o rerwang ke baporofeta. Ba puruma jwaloka tau ha e harola nyamatsane. Ba bolaya batho, ba nke maruo a bona le thepa ya bona ya bohlokwa, mme basadi ba bangata ba fetohe bahlolohadi. Baprista ba bona ba tlotse melao ya ka, ba silafatsa dintho tsa ka tse halalelang. Le hoja ba tseba, ha ba kgetholle ntho e halalelang ho e sa halaleleng; ha ba rute batho ho kgetholla se hlwekileng ho se sa hlwekang. Ha ba tsotelle ho boloka Disabatha tsa ka, kahoo ba a ntlontlolla. Mahosana a bona a jwaloka diphiri tse harolang diphoofolo tseo di di bolaileng. A tsholla madi, a bolaya batho hore a tle a ithuise ka mano. Baporofeta ba bona ba ntlafatsa diketso tsena ka ho ba bolella dipono tsa leshano le bonohe ba bohata, ba re: Morena Modimo o bua tjena, empa Morena a sa ka a bua jwalo. Baahi ba naha ena ba hatella batho, ba a utswa, ba sotla mofutsana le mohloki, ba hlokofatsa moditjhaba, ha ba ba sebeletse ka toka. “Ke ile ka batla motho hara bona ya neng a ka tsosa lerako, a ema kapele ho nna dikgeong tsa lona ho sireletsa naha ena hore ke se ke ka e timetsa, empa ha ke a ka ka fumana le ya mong. Ka baka leo, ke ile ka hlatsetsa kgalefo ya ka hodima bona, ka ba timetsa ka kgalefo ya ka e tukang malakabe, ka ba nea kotlo e lokelang diketso tsa bona, ho rialo Morena.” Lentswe la Morena la boela la fihla ho nna, la re: “Wena ngwana motho, ho ne ho le teng basadi ba babedi, e le baradi ba mosadi a le mong. Ba ile ba fetoha diotswa naheng ya Egepeta, ba ineella bootswa ho tloha botjheng ba bona. Naheng eo ditlhoko tsa matswele a bona di ile tsa tsikinyetswa, le difuba tsa bona tsa phollwa. Lebitso la e moholo e ne e le Ohola, moena hae yena e le Oholeba. E ne e le basadi ba ka, ba ileng ba ntswalla bara le baradi. Ohola ke Samaria, Oholeba yena ke Jerusalema. “Ohola o hlile a ineella bootswa e sa le wa ka; a tjhatjhehela baratuwa ba hae, e leng Baasiria ba ahelaneng le yena. E ne e le babusi le balaodi ba bahlabani, ba apere diaparo tse putswa, kaofela ha bona e le bahlankana ba ditjaka, ba palamang dipere. A ineella bootswa le mokgetho wohle wa Baasiria, a itshilafatsa ka medingwana yohle ya bohata, ya e mong le e mong wa bao a neng a ba tjhatjhehela. Ha a a ka a tlohela bootswa boo a bo qadileng Egepeta, ha banna ba ne ba robala le yena a sa le motjha, ba tsikinyetsa ditlhoko tsa matswele a hae, ba tshollela ditakatso tsa bona hodima hae. “Ka baka lena, ke ile ka neelana ka yena matsohong a baratuwa bao ba hae ba Baasiria, bao a neng a ba tjhatjhehela. Ba ile ba mo tsodisa, ba nka bara le baradi ba hae, yena ba mmolaya ka sabole. O ile a fetoha pale hara basadi, mme kotlo ya mo wela hodimo. “Leha ngwanabo, Oholeba, a bona hona, ditakatso tsa hae tsa tloka ho feta tsa Ohola, le bootswa ba hae ba fetella. Le yena a tjhatjhehela Baasiria ba ahelaneng le yena, e leng babusi le balaodi ba bahlabani, ba apereng tse majabajaba, ba palamang dipere, kaofela ha bona e le bahlankana ba ditjaka. Ka bona hore Oholeba le yena o silafetse; bobedi ba bona ba tsamaya tsela e le nngwe. “Empa a nna a fetella ka bootswa ba hae. A bona ditshwantsho tsa banna ba Bakalatiya leboteng, di entswe ka kgokgotsi. Mathekeng ba ne ba itlamme ka dinyepa, dihloohong ba rwetse dikatiba tse ebeselang, kaofela ha bona ba ne ba ka mahosana a Bakalatiya, matswallwa a Babilona. Hanghang ha a ba bona a ba tjhatjhehela, a ba a romela maqosa ho bona, Babilona. Bakalatiya ba tla, ba kena dikobong tsa hae, ba mo silafatsa ka bootswa ba bona. Ha ba se ba mo silafaditse o ile a ba nyonya, a ba a ba furalla. Ha a ntse a tswela pele ho etsetsa bootswa ba hae pepeneneng, a pepesa bofeela ba hae, ke ile ka mo nyonya, ka ba ka mo furalla, jwalokaha ke ile ka furalla ngwanabo. Empa a nna a feteletsa bootswa ba hae, ha a hopola botjha ba hae, e sa le seotswa naheng ya Egepeta. Hona moo Egepeta o ne a tjhatjhehela baratuwa ba hae, bao botona ba bona bo neng bo tshwana le maqobo a ditonki; bao peo ya bona ya bonna e neng e hoshoha jwaloka ya dipere tsa dipoho. Wena Oholeba, o ile wa hlolohelwa bokgopo ba botjha ba hao, ha Baegepeta ba ne ba pholla sefuba sa hae, ba tsikinyetsa ditlhoko tsa matswele a hao.” “Ka baka lena, wena Oholeba, Morena Modimo o bua tjena: Ke tla o qabanya le baratuwa ba hao, bao o ba nyonyang, o ba furaletseng; ke tla etsa hore ba o futuhele ba etswa hohle. Bao ke bara ba Babilona, le Bakalatiya bohle, banna ba Pekode le Showa le Kowa, le Baasiria bohle ba nang le bona. Ke bahlankana ba ditjaka, babusi le balaodi le bahlabani le mahosana a tummeng, bao kaofela ha bona ba palamang dipere. Ba tla o futuhela ka dibetsa le ka dikariki tsa ntwa, le ka makoloi, le ka lebotho la bahlabani; ba o futuhele ka dithebe le ka dithejana, ba rwetse dikatiba tsa tshepe, ba etswa hohle. Ke tla ba nea matla a ho ahlola, mme ba tla o ahlola ho ya ka dikahlolo tsa bona. Ke tla o halefela haholo, mme le bona ba tla o halefela haholo. Ba tla o shoqola dinko le ditsebe, masalla a hao ba a bolaye ka sabole. Ba tla thopa bara le baradi ba hao, ba tjhese masalla a hao ka mollo. Ba tla o hlobodisa diaparo tsa hao, ba nke le mabenyane a hao. Ka mokgwa o jwalo ke tla fedisa bokgopo ba hao, le bootswa boo o bo qadileng naheng ya Egepeta. Ha o sa tla hlola o bona dintho tsena, leha e le hona ho hlolohelwa Egepeta hape. “Morena Modimo o bua tjena: Ke se ke tla neelana ka wena matsohong a bao o ba hloileng, o ba nyonyang, mme o ba furaletseng. Ba tla o phedisa ka lehloyo, ba o amohe tsohle tseo o itshebeleditseng tsona, ba o siye o tsotse, o le feela, mme dihlong tsa bootswa ba hao di bonahale. Bokgopo le bootswa ba hao ke tsona tse o dihetseng, hobane o ile wa tjhatjhehela baditjhaba, wa itshilafatsa ka medingwana ya bona ya bohata. Kaha o ile wa etsisa ngwaneno, ke tla o nea mohope wa hae letsohong, o o nwe. “Morena Modimo o bua tjena: “O tla nwa mohope wa ngwaneno, mohope o moholo, mohope o mothamo; ba tla o soma, ba o tlepe ditsheho, hoba mohope oo o tletse dikenkeng. O tla nwa mohope wa tshabo le wa timelo, mohope wa ngwaneno, wa Samaria, o be letahwa, o be mmaditsietsi. O tla o ngapetsa, o o minyeletse, o o bjaramanye, o o etse maqhetswana; ka maqhetswana o itlepolake matswele. “Nna ke buile jwalo, ho rialo Morena Modimo. “Ka baka lena, Morena Modimo o bua tjena: Kahobane o ile wa ntebala, wa mphuralla, o tla jara molato wa bohlola ba hao le bootswa ba hao.” Morena a re ho nna: “Wena ngwana motho, na o tla ahlola Ohola le Oholeba? Ba hlokomedise diketso tsa bona tse manyala. Ba entse bohlola, ba kganathetse madi matsohong. Ba entse bohlola le medingwana ya bona ya bohata; ba bile ba etseditse medingwana eo mahlabelo a setjheso ka bana bao ba ntswaletseng bona. Le nna ba nkentse tjena: Ka lona tsatsi leo ba silafaditse Sehalalelo sa ka, ba hlompholla Disabatha tsa ka. Hona mohla ba neng ba etsetsa medingwana ya bohata mahlabelo a setjheso ka bana ba bona, ba ile ba kena ka Sehalalelong sa ka, ba se silafatsa. Sena ke sona seo ba se entseng ka Tempeleng ya ka. “Ba bile ba roma maqosa ho lata banna ba tswang hole, mme ha ba fihla o ile wa ya tola, wa kgabisa dintshi tsa hao, wa nto rwala mabenyane a hao. Wa dula betheng e butshabutsha, kapele ho yona ho beilwe tafole e nang le mokubetso le ole ya ka. “Lerata la letshwele le iketlileng le ne le hlabile hodimo, ho latilwe le matahwa a tswang lehwatateng, ho tla kopana le banna ba motse. Ba fihla ba rwesa mosadi le ngwanabo dipetja matsohong le meqhaka e metle dihloohong. Yaba ke bua ka ya tsofaletseng bohloleng, ke re: A ba ke ba mo etse seotswa, hobane efela e le sona! Yaba ba robala le yena, ba robala le basadi bao ba kgopo, e leng Ohola le Oholeba, jwalokaha banna ba robala le mosadi wa seotswa. Empa banna ba lokileng ba tla ba ahlola ka kotlo ya basadi ba difebe le babolai, kahobane ba a feba, mme matsoho a bona a kganathetse madi. “Morena Modimo o bua tjena: Ba bitsetse letshwele le tlo ba tshosa, le be le ba falatse. Letshwele leo le tla ba tlepetsa ka majwe, le ba bolaye ka disabole; le bolaye bara le baradi ba bona, le tjhese le matlo a bona. “Ke tla fedisa bokgopo naheng ena, e le hore basadi ba tle ba hlokomele, esere ba le etsisa. Le tla otlelwa bokgopo ba lona, le jare melato ya dibe tsa lona tsa ho kgumamela medingwana ya bohata. Ka hona le tla tseba hore ke nna Morena Modimo.” Ka letsatsi la leshome la kgwedi ya leshome selemong sa borobong, lentswe la Morena la boela la fihla ho nna, la re: “Wena ngwana motho, ngola letsatsi lena, le yona nako ena, hobane ka lona letsatsi lena, kgosi ya Babilona e tla etsetsa Jerusalema thibella. Bolella ba ntlo ena ya bafetohedi papiso ena, o re ho bona: Morena Modimo o bua tjena: “ Bea pitsa ifo, e bee ifo, o e tlhadihele. Pheha nama ka yona, o phehe nama e nonneng, nama ya serope le ya sephaka, o phehe le mashwetla a yona; tsena e be tsa nku e kgethehileng, e kgethehileng kahara mohlape. Beseletsa pitsa ena e bele, nama e be e tswe masapong. “ Ka baka leo, Morena Modimo o bua tjena: “ Ho madimabe motse o tshollang madi, o kang pitsa e tletseng mafoome, pitsa e sa ke be e falwe! Tshola maqa a ka pitseng, o a tshole ka bonngwe, o a tshole o sa a laole ka lotho. “ Motseng ona madi a ne a tshollwe, a tshollelwa hodima lefika, a se ke a tshollelwa fatshe, fatshe moo a neng a ka monyela. Ho tsosa kgalefo le boiphetetso ba ka, ke ile ka a tlohela hodima lefika, moo a neng a ke ke a pateha. “ Ka baka leo, Morena Modimo o bua tjena: “ Ho madimabe motse o tshollang madi, ke tla o rwallela hlaba ya patsi! Bokella patsi o e hotetse, pheha nama o e butswise, o tjhese moro, le masapo a tjheswe. Bea pitsa e feela hodima mashala, e be e tjhese, those la yona le tlerefale, ditshila tsa yona di qhibidihe kahare, mafoome a yona a tjheswe ke mollo. Matsapa wohle a lekilwe, a hlotswe, e kganathetse mafoome, a hana ho tloha, ke mollo feela o ka tsebang ho a tlosa. “ Ditshila tsa hao ke bokgopo, hobane ke lekile ho o hlwekisa, empa ditshila tseo tsa hao ha di a ka tsa tloha. O ke ke wa hlola o hlweka ho fihlela kgalefo ya ka e kokobela. “ Ke nna Morena ya buileng. Nako ya hore ke nke bohato e fihlile, nke ke ka o utlwela bohloko, leha e le ho o hauhela. O tla ahlolwa ho ya ka boitshwaro ba hao le diketso tsa hao, ho rialo Morena. ” Lentswe la Morena la fihla ho nna, la re: “Wena ngwana motho, ka ho panya ha ntshi ke tla o amoha mosadi wa hao, e leng moratuwa wa hao e moholo. Leha ho le jwalo o se ke wa lla, kapa wa bokolla, kapa wa keleketla dikeledi. O fehelwe o ntse o kgutsitse, o se ke wa llela bafu. O nne o rwale moqhaka wa hao hloohong ya hao, le meqathatso ya hao maotong, o se ke wa kwahela ditedu tsa hao kapa wa ja dijo tse etseditsweng ba bofifing.” Kahoo ka bua le setjhaba hoseng, mantsiboya mosadi wa ka a hlokahala. Ka la hosasane ka etsa kamoo ke neng ke laetswe kateng. Yaba setjhaba se a mpotsa, se re: “Na o ka re hlalosetsa hore na dintho tsee tseo o di etsang di re supisa eng?” Ka se araba, ka re: “Lentswe la Morena le ile la fihla ho nna, la re: Ere ho ba ntlo ya Iseraele, Morena Modimo o bua tjena: Bonang, ke tla silafatsa Sehalalelo sa ka, e leng qhobosheane eo le ikgantshang ka yona, eo le e ratang haholo, eo le e qenehelang. Bara le baradi ba lona, bao le ba siileng Jerusalema, ba tla bolawa ka sabole. Le tla etsa kamoo ke entseng kateng. Le se ke la kwahela ditedu tsa lona, leha e le ho ja dijo tse etseditsweng ba bofifing. Le rwale meqhaka ya lona dihloohong, le meqathatso ya lona maotong. Le ke ke la lla leha e le ho bokolla, empa le tla motela ka baka la dibe tsa lona, mme le llelane. Esekiele e tla ba sesupo ho lona; le tla etsa jwalokaha a entse. Etlare ha tsena di phethahala le tsebe hore ke nna Morena Modimo. “Jwale he, wena ngwana motho, ke tla tlosa hara bona qhobosheane eo ba ikgantshang ka yona, eo ba e ratang haholo, eo ba itlotlang ka yona, eo ba e labalabelang; ke tlose le bara le baradi ba bona. Hona mohlang oo ya tla phonyoha o tla fihla a o behele ditaba, leleme la hao le rarolohe, o tsebe ho bua le ya phonyohileng, o se hlole o eba semumu. O tla ba sesupo ho bona, mme ba tla tseba hore ke nna Morena.” Lentswe la Morena la fihla ho nna, la re: “Wena ngwana motho, tadima Baamone, mme o ba porofetele. Ere ho bona: Mamelang lentswe la Morena Modimo. Morena Modimo o bua tjena: Kahobane le ile la tsheha ha Sehalalelo sa ka se silafatswa, le ha naha ya Iseraele e ripitlwa, le ha ba ntlo ya Juda ba iswa bothopuweng; ka baka lena, ke tla neelana ka lona ho banna ba tswang Botjhabela, le be bahlanka ba bona. Ba tla hloma ditente tsa bona hara lona, ba hahe teng. Ba tla ja ditholwana tsa lona, ba nwe lebese la lona. Raba ke tla e fetola lekgulo la dikamele, metse ya Amone yona ke e fetole mapatlelo a dinku, mme le tla tseba hore ke nna Morena. Morena Modimo o bua tjena: Le ile la opa diatla, la tilatila fatshe ka maoto, mme la nyedisa naha ya Iseraele ka dipelo tsa lona tsohle; ka baka leo, ke tla otlollela letsoho la ka hodima lona, ke neelane ka lona ho baditjhaba. Ke tla le ripitla hore le se hlole le eba setjhaba hara ditjhaba tse ding le hore le se hlole le eba le naha, ke le timetse le tle le tsebe hore ke nna Morena. ” Morena Modimo o bua tjena: “Erekaha ba Moabe le ba Seire ba itse: Bonang, ba ntlo ya Juda ba tshwana le ditjhaba tse ding tsohle, ke tla etsa hore metse ya Moabe e meeding, metse ya Bete-Jeshimote le Baale-Meone le Kiriataime, eo e leng tlotla ya naha eo, e futuhelwe ke banna ba tswang Botjhabela. Ke tla neelana ka Bamoabe hammoho le Baamone setjhabeng sa Botjhabela, hore e be bahlanka ba sona, e le hore Baamone ba se hlole ba hopolwa hara ditjhaba. Ke tla otla Bamoabe, mme ba tla tseba hore ke nna Morena.” Morena Modimo o bua tjena: “Erekaha Edomo e ipheteditse ho ba ntlo ya Juda, mme ya eba molato o moholo ka ho etsa jwalo, Morena Modimo o bua tjena: Ke tla otlollela letsoho la ka hodima Edomo, ke bolaye baahi ba yona, le diphoofolo tsa bona, ke e fetole nanaola; ho tloha Temana ho ya fihla Dedane ke ba bolaye ka sabole. Ke tla iphetetsa hodima Edomo ka letsoho la setjhaba sa ka sa Iseraele. Se tla otla Baedomo ho ya ka bohale ba ka le kgalefo ya ka, mme bao ba tla tseba boiphetetso ba ka, ho rialo Morena. ” Morena Modimo o bua tjena: “Kaha Bafilesita ba ipheteditse ka dipelo tse lonya, mme ka baka la bora ba bona ba kgale ba ne ba rata ho timetsa Juda, Morena Modimo o bua tjena: Ke tla otlollela letsoho la ka hodima Bafilesita, ke bolaye Bakerete, ke timetse le masalla a ba phelang lebopong la lewatle. Ke tla iphetetsa haholo ka bona, ka dikotlo tse tshabehang. Mohla ke iphetetsang ka bona ke hona ba tla tseba hore ke nna Morena. ” Ka letsatsi la pele la kgwedi selemong sa leshome le motso o mong, lentswe la Morena la fihla ho nna, la re: “Wena ngwana motho, ha Tire e bua ka Jerusalema e ile ya tsheha, ya re: Jerusalema e ripitlilwe, kgwebo ya yona e fedile, jwale ke tla atleha ha e le mona e fetohile lesupi! Kahoo Morena Modimo o bua tjena: Wena Tire ke tla o futuhela, ke o bitsetse ditjhaba tse tswang hole, di o lwantshe, jwalokaha lewatle le akgotsa maqhubu a lona. Di tla heletsa marako a Tire, di dihe le ditora tsa yona. Ke tla hohola mobu wa yona, ke siye letlapa le le feela. Tire e tla fetoha sebaka seo ho anehwang matlowa ho sona hara lewatle, e be lelobelo la ditjhaba, hobane nna Morena, ke buile, ho rialo Morena Modimo. Baradi ba Tire ba hara naha ba tla bolawa ka sabole, mme ba tla tseba hore ke nna Morena. ” Morena Modimo o bua tjena: “Ke tla tlisa Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, kgosi ya dikgosi, a etswa leboya, a tlo futuhela Tire ka dipere le ka dikariki tsa ntwa, ka bapalami ba dipere le ka lebotho le leholo. O tla bolaela baradi ba hao hara naha ka sabole, a o etsetse thibella, a o hahele marako, a o etsetse lekgwakgwa la dithebe. O tla thua mabota a hao ka ditshetlo, a heletse le ditora tsa hao ka meqala. Dipere tsa hae di tla ba ngata hoo di tla o kwahela ka lerole. Lekitikiti la dipere, le la makoloi le la dikariki tsa ntwa le tla sisinya mabota a hao, ha a kena dikgorong tsa hao jwaloka banna ba kenang motseng oo marako a wona a heleditsweng. Ditlhako tsa dipere tsa hae di tla hatakela diterata tsa hao tsohle. O tla bolaya setjhaba sa hao sohle ka sabole, ditshiya tsa hao di wele fatshe. Dira tsa hao di tla hapa maruo a hao, di lobele thepa ya hao. Di tla heletsa marako a hao, di dihe matlo a hao a majabajaba. Di tla lahlela majwe a hao lewatleng, di lahlele le maballo a hao, le koqokoqo ya matlo a hao a heleditsweng. Ke tla fedisa dipina tsohle tsa hao, le modumo wa diharepa tsa hao ke o fedise. Ke tla o etsa lefika le feela, mme o tla fetoha sebaka seo ho anehwang matlowa ho sona. Marako a hao a ke ke a hlola a tsoswa, hobane nna Morena ke buile, ho rialo Morena Modimo.” Morena Modimo o bua tjena ho Tire: “Na dinaha tse pela lewatle ha di na ho thothomela ha di utlwa hore o wele, ha mahlatsipa a ntse a dumaela, mme batho ba bolawa hara motse wa hao? Mahosana wohle a mabopong a lewatle a tla theoha diteroneng tsa wona, a hlobole diaparo tsa wona tsa bohosana le tse homilweng. A tla dula fatshe a tshohile haholo, a ntse a thothomela ka dinako tsohle, a o makaletse. A tla o binela kodi-ya-malla, a re: “ O ripitlilwe jwang wena motse o tummeng, oo baahi ba wona e leng banna ba lewatle, wena o neng o le sehanyata, sehanyata lewatleng, o le sehanyata mmoho le baahi ba hao? Bohle ba phelang lewatleng ba a o tshaba! Jwale dihlekehleke di a thothomela, di thothomela ka tsatsi la ho wa ha hao; lewatleng dihlekehleke di tshohile, di tshohile ka baka la ho wa ha hao. ” Morena Modimo o bua tjena: “Etlare ha ke o etsa nanaola jwaloka motse o hlokang baahi, ke o tebisa lewatleng, metsi a o kwahela, ke tla o theolela tlase, hammoho le ba theohelang tlase mohohlong, ho setjhaba sa boholoholo. Ke tla o dudisa lefatsheng le katlase, masuping a boholoholo, mmoho le ba theohelang tlase mohohlong. Ha o ka ke wa hlola o kgutla teng kapa o eba le kabelo lefatsheng la ba phelang. Ke tla o fedisa ka mokgwa o tshabehang, mme ha o sa tla hlola o eba teng. Ba tla o batla, empa ba ke ke ba hlola ba sa o fumana, ho rialo Morena.” Lentswe la Morena la boela la fihla ho nna, la re: “Wena ngwana motho, binela Tire kodi-ya-malla. Bolella Tire, o re: Wena ya dutseng dikoung tsa lewatle, ya hwebang le ditjhaba tse ahileng mabopong a lewatle, Morena Modimo o bua tjena: “ O ile wa ikalatisa, wa re: “Botle ba ka bo hloka sekodi!” Meedi ya hao e hara mawatle, bahahi ba hao ba ritile botle ba hao. Kgopo tsa hao ba di haha sa sekepe se setle, ba di haha ka phaena e tswang Senire; ba nka dikedare tse tswang Lebanone, ba o etsetsa thupa tsa ho thakgolla diseile. Ka fate tsa eike tse tswang Bashane ba etsa masokwana, ba a etsetsa wena; ka fate tsa kipere tse tswang Kitime ba etsa sethala, ba se etsetsa wena, ba o kgabisa ka manaka a tlou. Diseile tsa hao ba di entse ka lene, lene e homilweng, e tswang Egepeta, e bile ke yona mokgele wa hao; masira a hao a maputswa, a perese, ke a tswang mabopong a Elisha. Basoki ba hao ba tswa Sidone le Arefade, basesisi ba hao ba bohlale ke ba Tire. Ditsebi tsa mesebetsi tse tswang Gebale, di ne di le teng ho thiba matlere a hao. Dikepe tsohle le basesisi ba tsona di ne di etla ho tla hweba le wena. “ Banna ba Peresiya, le banna ba Lode le Pute, e ne le bahlabani ba mabotho a hao; dithebe le katiba tsa bona tsa tshepe ba di fanyeha maboteng a hao, ba di fanyeha, ba o tlotla ka tsona. Banna ba Arefade le banna ba Heleke ba sireletsa marako a hao kahohle; banna ba Gamade ba lebela ditora tsa hao, ba fanyeha dithebe tsa bona ho pota mabota, botle ba hao bo phethahatswa ke bona. “ Motse wa Tarashishe wa hweba le wena ka baka la bongata ba matlotlo a hao; thepa ya hao ya kgwebo ba e ananya ka silefera le tshepe le lekapa le loto. “ Jafane le Tubale le Mesheke le tsona tsa hweba le wena; tsa ananya thepa ya hao ka makgoba le ka dintho tse entsweng ka lethose. “ Ba morabe wa Togarema ba ananya thepa ya hao ka dipere tse palangwang le tsa ntwa le ka dimmeile. “ Banna ba Dedane ba ne ba hweba le wena; le ba dinaha tse mabopong a lewatle ba ne ba hweba le wena, ba o lefa ka manaka a tlou le ka mapolanka a motsweri. “ Baarame le bona ba ne ba hweba le wena ka baka la bongata ba thepa eo o neng o e etsa; ba ananya thepa eo ya hao ka majwe a bohlokwa a matala, le ka masela a perese, le a homilweng, le ka lene e ntle, le ka dikgetla, le ka majwe a bohlokwa a mafubedu. “ Ba morabe wa Juda le Baiseraele ba ne ba hweba le wena, ba ananya koro e tswang Minete, le phofo le mahe a dinotshi, le ole, le ditlolo ka thepa ya hao. “ Ka baka la bongata ba thepa ya hao le ba matlotlo a hao, Damaseka le yona e ne e hweba le wena, mme e ananya thepa ya hao ka veine e tswang Helebone, le boya ba dinku bo tswang Sahare. “ Baahi ba Dane le ba Jafane ba tswang Usale, ba ne ba reka thepa ya hao, ba e ananya ka tshepe le ka dinoko le ka ntshwe. “ Dedane e ne e hweba ka ditleleki. “ Maarabia le mahosana a Kedare a ne a hweba le wena, a o rekisetsa dikonyana le dipheleu le dipodi. “ Bahwebi ba Sheba le ba Rama ba ne ba hweba le wena, mme thepa ya hao ba e ananya ka dinoko tse monko o monate, le ka majwe a bohlokwa, le ka kgauta. “ Ba tswang Harane le Kane le Edene, le bahwebi ba Sheba le ba Ashure le ba Kilemade, ba ne ba hweba le wena. Batho bana ke bona ba neng ba hweba le wena ka dintho tse ntlentle: ka masela a maputswa le a homilweng, le ka diaparo tse ntle, tse mebalabala, tse nang le difoofo. “ Ka dikepe tsa Tarashishe, kepe tsa kgwebo, thepa ya hao ya kgwebo e ne thothwa; wa ba jwaloka sekepe bodibeng, o tletse meqeqeko ya tsa kgwebo. Basoki ba hao ba o isa mawatleng, ba o isa mawatleng a sabaletseng: Empa moya wa botjhabela o tla o thua, o o etse ditsekana hara bodiba! Matlotlo a hao le thepa ya kgwebo, bo-radikepe le basesisi ba hao, malala a hao a thibang dikepe matlere, bahwebi ba hao bohle le bahlabani, le batho bohle ba kahare ho wena, ba tla teba bodibeng ba lewatle, mohla koduwa ya ho thueha ha hao. Naha tse bopong la lewatle di tla reketla, di reketle ha basesisi ba hao ba howa! Basoki bohle ba tla tlohela dikepe tsa bona, bo-radikepe le basebetsi bohle ba tsona, ba tla di theoha, ba eme hodima lebopo. Ba tla howeletsa haholo ba tlerohe, ba lle habohloko, ba o llele, ba itshele ka lerole hodima dihlooho, ba ipitike le hodima molora. Dihlooho tsa bona ba tla di beola, ba di beole, ba di beolele wena, ba apere aparo tse mahwashe. Ba tla o llela ka pelo tse bohloko, bofifi ba bona e be ba mahlomola. Dillong tseo tsa bona tsa bofifi, ba tla o binela kodi-ya-malla, ba re: “Ke motse ofe o kila timetswa sa Tire, wa timeletswa bodibeng ba lewatle?” Ha thepa ya hao e ne e tshela mawatle, o no fepa matjhabatjhaba, o a kgorisa; ka bongatangata ba matlotlo a hao, ka bongatangata ba thepa ya hao ya kgwebo, kgosi tsa lefatshe o ila di ruisa. Jwale o thuehetse hara mawatle, wa teba hara bodiba ba metsi; thepa yohle ya hao ya kgwebo, le bohle ba neng ba le ho wena, tsena tsohle di tebile mmoho le wena. Batho bohle ba ahileng mabopong a lewatle, pheletso ena ya hao e ba tshositse; dikgosi tsa bona di tetemisa dirope, fahleho tsa tsona di tsunkantswe ke letswalo. Bahwebi ba matjhaba ba o nyekoletsa melomo; pheletso ya hao ruri e a tshabeha, ha o sa tla ba teng kamehla yohle! ” Lentswe la Morena la boela la fihla ho nna, la re: “Wena ngwana motho, bolella kgosana ya Tire, o re: Morena Modimo o re: “ Pelo ya hao e a ikgohomosa, o bile o re: Nna ke modimo, ke dutse teroneng ya Modimo, e potapotilweng ke mawatle. Empa o motho, ha o modimo, le hoja o re o bohlale sa Modimo. Na o bohlale ho feta Daniele? Ha ho sephiri se patehileng ho wena? Ka bohlale ba hao le ka kutlwisiso ya hao, o ile wa ipokellela matlotlo, wa bokella kgauta le silefera, wa di bokella matloleng a hao. Ka tsebo ya hao e kgolo ya kgwebo, o ile wa atisa matlotlo a hao; ka baka la maruo ao a hao, boikakaso ba hao le bona ba tota. “ Ka baka leo, Morena Modimo o bua tjena: “ Kahobane wena ha o inahana, o re o bohlale jwaloka Modimo, ke tla tlisa baditjhaba ba o futuhele, baditjhaba ba sehloho ho feta bohle; ka sabole tsa bona ba tla senya botle ba hao, ba senye le tsohle tsa bohlale ba hao, tlotla ya hao ba e silafatse. Ba tla o dihela ka mohohlong, o shwe lefu le sehloho haholo, lefu la ba shwelang bodibeng, bodibeng ba lewatle. Na ha o shebana le babolai ba hao, o tla nno ipolele, o re o modimo? Ha o le matsohong a babolai ba hao o tla nno be motho, e seng Modimo. O tla bolawa ke baditjhaba, o shwe lefu la maqai, hobane ke buile jwalo, ho rialo Morena Modimo. ” Lentswe la Morena la boela la fihla ho nna, la re: “Wena ngwana motho, binela kgosi ya Tire kodi-ya-malla, o re ho yona: Morena Modimo o bua tjena: “ Botho ba hao bo ne bo phethehile, bohlale ba hao bo se na tekanyo, botle ba hao le bona bo ritelehile. O no phela Edene, rapeng sa Modimo, mekgabo ya hao e le mahakwe a bohlokwa: dirubi, didaemane le ditopase; berile, kareneleane, le jasepere; safire, emeraleda le karanete. Mekgabiso ya hae e ne e le ya kgauta, tsena tsohle o no di etsetswe, wa di etsetswa mohla tlholeho ya hao. O no tlotswe, wa ba kerubime e sireletsang, nna ka seqo, ke o beile jwalo. O no le thabeng ya Modimo, thaba e halalelang, o tsamaya hara majwe a phatsimang sa malakabe. Ho tloha mohla letsatsi, tsatsi la tlholeho ya hao, ho fihlela bokgopo bo fumanwa ho wena, tsela tsa hao di ne di se na kodi. Ka baka la ho nama ha kgwebo ya hao, pelo ya hao e ila tlala sehloho, yaba jwale wena o etsa sebe. Kahoo ka o leleka thabeng ya Modimo, ka o leleka ke ho silafala ha hao, ka o timetsa, wena kerubime e sireletsang, ka o tlosa hara majwe a phatsimang sa malakabe. Ka baka la botle ba hao o ila ikakasa, tlotla ya hao ya silafatsa bohlale ba hao; kahoo yaba nna ke o lahlela fatshe, ke o etsa sekao hore dikgosi di bone! O silafaditse dihalalelo tsa hao, wa di silafatsa ka bongata ba makgopo a hao, wa di silafatsa ka ho hweba ka bolotsana; kahoo ke tla hotetsa mollo kahare ho wena, wona o o tjhese, o be o o timetse, ke o fetole molora hodima lefatshe, moo batho bohle ba ntseng ba o bona. Tjhaba tsohle tse o tsebang di tla o makalla; pheletso ya hao e tla ba e sehloho, o ke ke wa hlola o eba teng, o eba teng kamehla yohle. ” Lentswe la Morena la boela la fihla ho nna, la re: “Wena ngwana motho, tadima Sidone, o e porofetele. Ere ho yona: Morena Modimo o bua tjena: “ Wena Sidone, tseba hoba ke a o lwantsha, tlotla ya ka ke tla e bonahatsa ka wena; bohle ba tla tseba hore ke nna Morena, ha ke ahlola baahi bohle ba hao, ke etsa sesupo sa hore ke a halalela. Sidone ke tla e dihela lefu, ke e dihele lefu la sewa, madi a phalle diterateng tsa yona. Babolauwa e tla ba mofela, e be mofela diterateng, kahohle sabole e tla ba bolaya; kahoo ba tla tseba hore ke nna Morena. “ Ditjhaba tsohle tse ahelaneng le Baiseraele, tse neng di ba nyedisa, ha di sa tla hlola di iketsa meutlwa kapa metsu ya leoka e ba hlabang habohloko. Kahoo di tla tseba hore ke nna Morena Modimo. “ Morena Modimo o bua tjena: Ha ke se ke phuthile Baiseraele, ke ba ntshitse hara ditjhaba tseo ba qhalakaneng hara tsona, ditjhaba tseo di tla bona hore ke a halalela, mme Baiseraele ba tla aha naheng ya bona, eo ke neng ke e nee mohlanka wa ka Jakobo. Ba tla phela teng ka kgotso, ba hahe matlo, ba leme masimo a morara. E, ba tla phela teng ka kgotso ha ke se ke ahlotse bohle ba ahelaneng le bona, ba neng ba ba nyedisa. Kahoo ditjhaba tseo di tla tseba hore ke nna Morena Modimo wa tsona. ” Ka letsatsi la leshome le metso e mmedi la kgwedi ya leshome selemong sa leshome, lentswe la Morena la fihla ho nna, la re: “Wena ngwana motho, tadima Faro, kgosi ya Egepeta, o mo porofetele, o be o porofetele le naha yohle ya Egepeta. O mmolelle, o re: Morena Modimo o bua tjena: “ Wena Faro, kgosi ya Egepeta, moraparapa wa kganyapa o phelang dinokeng, o ithorisang ka ho re: “Noka ena ke ya ka, ke nna ka seqo ya iketseditseng yona,” tseba, wena Faro, hore ke a o lwantsha! Ka dilope mehlahare ya hao ke tla e qadipa, tlhapi tsa noka ya hao ke di kgomarise mahehefeng a hao; ke o hoholele kantle ho dinoka tsa hao, tlhapi tsohle tsa noka ya hao di kgomaretse mahehefeng a hao. Ke tla o akgela kahara lehwatata, wena le ditlhapi tsohle tsa dinoka tsa hao. O tla re polopoqo! kahara mmanana, ho se be ya o nkang hore a o epele. Topo sa hao se tla jewa ke dibatana, se jewe ke matlaka a sollang hodimo. “ Baahi bohle ba Egepeta ba tla tseba, ba tsebe hore ruri Morena ke nna, hobane Baegepeta e ne e le lere la Iseraele, e le lere la lehlaka, motemekwane. Ha Baiseraele ba itshwarella ka wena, o ila peperana, wa ba hlaba ka mahafing; ha ba leka ho ikokotlela ka wena, yaba o a robeha, ba tswenetseha matheka. “ Ka baka lena, Morena Modimo o bua tjena: Ke tla o bolaya ka sabole, ke bolaye setjhaba sa hao le diphoofolo tsa sona. Naha ya Egepeta e tla fetoha nanaola, mme Baegepeta ba tla tseba hore ke nna Morena, hobane Faro yena o itse: “Noka ena ke ya ka, e entswe ke nna.” Ka baka lena he, ke a o lwantsha, wena le dinoka tsa hao, mme naha ya Egepeta ke tla e ripitla, ke e fetole nanaola, ho tloha Migedole ho ya fihla Sefene, le ho ya fihla meeding ya Kushe. Ha ho motho kapa phoofolo e tla ke e hate hodima yona, mme Egepeta ha e ka ke ya hlola e eba le baahi ka dilemo tse mashome a mane. Hara dinaha tsohle tse sentsweng, Egepeta ke tla e etsa nanaola e fetang tsohle, mme hara metse e ripitlilweng, metse ya Egepeta e tla ba masupi ka dilemo tse mashome a mane. Ke tla qhalanya Baegepeta hara ditjhaba tse ding, ke ba hasanye hara dinaha disele. “ Leha ho le jwalo Morena Modimo o bua tjena: Etlare ha ho fetile dilemo tse mashome a mane, ke phuthe Baegepeta hara ditjhaba tseo ke ba qhalantseng hara tsona. Ke tla ba kgutlisa bothopuweng, ke ba busetse Patarose, naheng ya baholoholo ba bona, mme teng ba tla thea mmuso o fokolang. E tla ba mmuso o fokolang ho feta mebuso yohle, mme o ke ke wa hlola o busa ditjhaba tse ding, hobane ke tla o fokodisa hoo o ke keng wa hlola o tseba ho busa ditjhaba tse ding. Egepeta e ke ke ya hlola e eba setshehetso sa setjhaba sa Iseraele, empa etlare ha Baiseraele ba e bona, e ba hopotse sebe sa bona sa ho batla thuso ho yona. Kahoo Baiseraele ba tla tseba hore ke nna Morena Modimo. ” Ka letsatsi la pete la kgwedi ya pele selemong sa mashome a mabedi a metso e supileng, lentswe la Morena la fihla ho nna, la re: “Wena ngwana motho, Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, o ile a etsa hore mabotho a hae a futuhele motse wa Tire ka sekgahla se seholo. Meqeqeko eo bahlabani ba neng ba e jere e ile ya ba phumola mafatla, mahetla a bona a phumoha dibebe. Empa yena le bahlabani ba hae ha ho moputso oo ba ileng ba o fumana ka ho futuhela Tire. Ka baka lena, Morena Modimo o bua tjena: Naha ya Egepeta ke tla e nea Nebukadenesare, kgosi ya Babilona. O tla hapa matlotlo a yona, a lobele dintho tsa yona, mme tsena e be moputso wa bahlabani ba hae. Ke mo neile naha ya Egepeta e le moputso wa mosebetsi oo a ileng a nketsetsa wona, ho rialo Morena Modimo. “Mohla tsatsi leo, ke tla matlafatsa setjhaba sa Iseraele, ke rarolle leleme la hao, o bue moo bohle ba ntseng ba utlwa, mme ba tla tseba hore ke nna Morena.” Lentswe la Morena la boela la fihla ho nna, la re: “Wena ngwana motho, porofeta, o re: Morena Modimo o bua tjena: “ Bokollang, le re: “A tsatsi le madimabe!” Tsatsi leo le se le atametse, tsatsi la Morena le se le atametse! E tla ba tsatsi la ho phethesela ha maru, e be tsatsi la ho ahlola baditjhaba. Egepeta e tla futuhelwa e futuhelwe ka disabole, Kushe yona e aparelwe ke ditlokotsi, ha banna ba ewa mofela naheng ya Egepeta, matlotlo a yona ba a lobela, metheo ya yona ba e fata, ba e heletsa! “ Banna ba Kushe, ba Pute le ba Lode, ba mefuta yohle le ba Kube, le banna ba naha e itlammeng ka selekane, ba tla bolawa le Baegepeta, ba bolawe ka disabole. “ Morena o bua tjena: “ Ba thusanang le Egepeta ba tla bolawa, mokgetho wa mabotho a yona o ripitlwe; ho tloha Migedole ho ya fihla Sefene, bohle ba tla wa, ba bolawe ka sabole, ho rialo Morena Modimo. “ Egepeta e tla ba nanaola e fetang tsohle, metse ya yona e be masupi a fetang wohle. Ha ke tjhesa hlaha naheng ya Egepeta, bohle ba thusanang le yona ke ba ripitla, ke hona ba tla tseba hore ke nna Morena. “ Mohla tsatsi leo ke tla roma maqosa ka dikepe ho ya tshosa Bakushe ba iketlileng. Ba tla aparelwa ke ditlokotsi mohla tsatsi leo la ho timetswa ha Egepeta, hobane ruri lona ho tla le a tla. “ Morena Modimo o bua tjena: “ Matlotlo wohle a Egepeta ke tla fedisa, ke a fedise ka Nebukadenesare, kgosi ya Babilona. Kgosi Nebukadenesare le bahlabani bohle ba hae, tjhaba se sehloho ho feta ditjhaba tsohle, ba tla romelwa ho ripitla naha ena; Egepeta ba tla e futuhela, ba e futuhele ka disabole, naha yohle ba e tlatse topo tsa babolauwa! Melatswana ya noka ya Nile ke tla e pshesa, ke neelane ka naha matsohong a ba kgopo. Naha le tsohle tsa yona ke tla di etsa nanaola, ke di etse nanaola ka tsoho la baditjhaba, ke nna Morena ya buileng jwalo. “ Morena Modimo o bua tjena: “ Ke tla timetsa le medingwana, medingwana ya bohata, ke fedise tshwantsho tsa medimo, ke di fedise naheng ya Nofa; ha ho sa tla ba le kgosana naheng ya Egepeta, pelong tsa Baegepeta teng ke kenye tshabo. Patarose ke tla e fetola e be nanaola, ke tjhese hlaha kahara motse wa Sowane, motse wa Tebese wona ke o otle. Kgalefo ya ka ke tla e hlatsetsa hodima Sine, Sine eo e leng qhobosheane, qhobosheane ya Egepeta, mabotho a Tebese wona ke a ripitle. Ke tla tjhesa hlaha kahara naha ya Egepeta, Sine e meneke ke ho utlwa bohloko; marako a Tebese wona a tla heletswa, ka matsatsi wohle Nofa e phele ka ditlokotsi. Bahlankana ba Afene le ba Pi-Besete ba tla bolawa ka sabole thekong ya ntwa, baahi ba metse ena ba ye bothopuweng. Mohla ke robang joko ya Egepeta, motse wa Tahepanehese o tla aparelwa ke lefifi, matla a wona a boikgohomoso, wona a fele. Leru le letsho le tla kwahela Egepeta, baahi ba yona ba iswe bothopuweng. Ha ke otla Egepeta ka wona mokgwa ona, Baegepeta ba tla tseba hore ke nna Morena. ” Ka letsatsi la bosupa la kgwedi ya pele selemong sa leshome le motso o mong, lentswe la Morena la fihla ho nna, la re: “Wena ngwana motho, ke robile letsoho la Faro, kgosi ya Egepeta. Ha le a ka la tlamellwa hore le tle le fole, leha e le ho qahathiswa ka dithupa hore le tle le matlafale, le tsebe ho tshwara sabole. Ka baka leo, Morena Modimo o re: Ke lwantshana le Faro, kgosi ya Egepeta. Ke tla roba matsoho a hae a mabedi, le phelang hantle le le robehileng, mme ke tla etsa hore sabole e we letsohong la hae. Ke tla qhalakanya Baegepeta hara ditjhaba tse ding, ke ba qhalanyetse dinaheng disele. Ke tla matlafatsa matsoho a kgosi ya Babilona, ke e tshwarise sabole ya ka, empa ke tla roba matsoho a Faro, yena a dumaele kapele ho sera sa hae, modumaelo wa hae o ke wa motho ya shwang. Matsoho a kgosi ya Babilona wona ke tla a matlafatsa, empa a Faro wona a tla lepella feela. Etlare ha ke tshwarisa kgosi ya Babilona sabole ya ka, mme kgosi eo e e otlollela hodima naha yohle ya Egepeta, Baegepeta ba tsebe hore ke nna Morena. Ke tla qhalakanya Baegepeta hara ditjhaba tse ding, ke ba qhalanyetse dinaheng disele, mme ba tla tseba hore ke nna Morena.” Ka letsatsi la pele la kgwedi ya boraro selemong sa leshome le motso o mong, lentswe la Morena la boela la fihla ho nna, la re: “Wena ngwana motho, ere ho Faro, kgosi ya Egepeta, le ho setjhaba sa hae: “ Boholo ba hao bo ka tshwantshwa le ba mang? Bona Asiria eo e ne e le kedare ya Lebanone, e makala a matle, a thathaletseng; e ne e phahame haholo, e fihla marung, e tswile ka mahetla hara mahlaku a teteaneng. E ne e nwesetswa ke metsi a mangata, didiba tse ka fatshe tsa e hodisa haholo, metsi a tsona a phalla ho pota kutu ya yona, makalana a tsona a nwesetsa difate tsohle. Ka hona ya phahama ho feta fate tsohle tsa moru, mahlaku a yona a teteana haholo, makala a yona le wona a lelefala, a thathalla ka baka la metsi bongata. Nonyana tsohle tsa hahela makaleng a yona, batana tsohle tsa tswalla tlasa makala a yona, tjhaba tsohle tse kgolo tsa dula moriting wa yona. Boholo ba yona bo ne bo kgahleha haholo, le makala a yona a le malelelehadi, hoba motso wa yona o ne o le metsing a mangata. Kedare tsa rapa sa Modimo di ne di sa e fete, le fate tsa hoki di sa ke makala a yona, le difate feela di sa ke makala a yona; botle ba difate tsa rapa sa Modimo bo ne bo ke ke ba ka botle ba yona. Ke ile ka e kgabisa ka makala a mangata, lefufa la ba la qeta fate tsohle tsa Edene, fate tse neng di metse rapeng sa Modimo. “ Ka baka lena, Morena Modimo o bua tjena: Kahobane kedare eo e ile ya iphahamisetsa hodimo, ya tswa ka mahetla hara mahlaku a teteaneng, le kahobane e ne e ikgantsha ka bophahamo ba yona, ke ile ka e leleka, ka neelana ka yona matsohong a eo e leng senatla hara baditjhaba; yena o tla etsa seo a se ratang ka kedare eo ho ya ka bokgopo ba yona. Baditjhaba ba sehloho ho feta ba bang ba tla e rema, ba e tlohele hona moo. Mahlaku a yona a tla wela hodima dithaba le ka dikgohlong, makala a yona a robehele ka dinokeng tsohle tsa naha eo. Ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tla tloha moriting wa yona, di ikele. Dinonyana tsohle tse fofang di tla sala sefateng seo se robehileng, dibatana tsohle tsa naha di sale hara makala a sona. Ka baka leo, ha ho sa tla ba le sefate sefe kapa sefe se metseng pela metsi se tla iphahamisa haholo, kapa se tla tswa ka mahetla hara mahlaku a teteaneng. Ha ho sefate se nwesetswang hantle se tla ke se be selelele hakaalo, hobane tsohle di a bolawa, di theolelwa ka mpeng ya lefatshe, hara batho ba theohetseng mohohlong. “ Morena Modimo o bua tjena: Mohla letsatsi leo ka lona kedare ena e neng e epelwa, ke ne ke apese didiba tsohle bofifi, ka kwala mehlodi ya tsona, metsi a tsona a kgaotsa ho phalla. Ka etsa hore Lebanone le yona e llele kedare ena, mme difate tsohle tsa moru tsa omella. Ka etsa hore ditjhaba di thothomele ha di utlwa modumo wa ho wa ha kedare eo, ha ke e lahlela ka lebitleng mmoho le ba theohelang mohohlong. Jwale difate tshole tsa Edene, le tse ntlentle, tse kgahlehang tsa Lebanone, tsohle tse nwesetswang, tse ka mohohlong, di tla thabela ho wa ha kedare eo. Baditjhaba bohle ba neng ba dula moriting wa sefate sena, ba thusana le sona, le bona ba ile lebitleng le sona, ho ba neng ba bolawe ka sabole. “ Ke sefe sa difate tsa Edene se ka tshwantshwang le wena ka boholo le ka tlotla? Empa o tla theohela lebitleng le difate tsa Edene; o tla rapalla hara maqai le hara ba ileng ba bolawa ka sabole. “ Enwa ke="" Faro="" le="" setjhaba="" sa="" hae="" sohle="", ho="" rialo="" Morena="" Modimo.="" ” Ka letsatsi la pele la kgwedi ya leshome le metso e mmedi selemong sa leshome le metso e mmedi, lentswe la Morena la fihla ho nna, la re: “Wena ngwana motho, binela Faro, kgosi ya Egepeta, kodi-ya-malla, o re: “ O tshwana le tawana hara ditjhaba, athe o ka kganyapa e phelang mawatleng, e thalang kahara dinoka tsa yona, e tuduanyang metsi ka maoto a yona, e dukang dinoka e be dikgotlela. “Morena Modimo o bua tjena: “ Ka matshwele a ditjhaba tse ngata, ke tla akgela letlowa la ka, ke le akgele hodima hao, ka letlowa lena a o hulele kantle. Ke tla o akgela hodima lefatshe, ke o akgele hara mmanana, ke etse hore nonyana di dule hodima hao, batana tsohle tsa naha di je setopo sa hao. Ke tla lahla nama ya hao, ke e lahlele hodima dithaba, ke tlatse dikgohlo ka mosohlo wa hao. Hohlehohle ho ya fihla dithabeng, ka madi a hao ke tla nwesetsa naha, dikgohlo tsona di tlale nama ya hao. Etlare ha ke o timetsa mahodimo ke a kwahele, dinaledi tsa wona ke di fifatse. Letsatsi le tla kwahelwa ke maru, kgwedi e se ke ya eba le ngwedi. Masedi wohle a phatsimang a lehodimo ke tla a fifatsa ka baka la hao, naha ya hao e aparelwe ke lefifi, ho rialo Morena Modimo. “ Ha ke di behela tsa ho timetswa ha hao, tjhaba tse ngata di tla ba tlokotsing, di le naheng tseo o sa ka di tseba. Ke tla etsa hore tjhaba tse ngata di o makalle, kgosi tsa tsona di thothomele ke tshabo, ha ke tsokotsa sabole ya ka kapele ho tsona. Mohla tsatsi la timelo ya hao, batho ba tla thothomela ka nako tsohle, motho ka mong a thothomele ke tshabo. a thothomele ke ho tshaba lefu la hae. “ Kahoo Morena Modimo o bua tjena: “ Kgosi ya Babilona e tla le futuhela, e le futuhele e nkile sabole. Mabotho a hao ke tla a etsa mofela, ke a bolaye ka sabole tsa natla tsa banna, banna ba sehloho ho feta ditjhaba tsohle. Bokgabane ba Egepeta ba tla bo fedisa, mabotho wohle a yona ba a ripitle. Kgomo tsa hao tsohle ke tla di bolaya, kgomo tse pela motlaputlapu, motlaputlapu wa metsi; ha a sa tla dukwa ke leoto la motho, ha a sa tla dukwa ke tlhako ya kgomo. Ke tla hlwekisa metsi, maduke a fele, dinoka tsa teng di phalle jwaloka ole, ho rialo Morena Modimo. “ Mohla ke fetolang Egepeta, ke e fetola nanaola, ke fedisa tsohle tse teng ho yona, ke bolaya bohle ba ahileng ho yona, ke hona ba tla tseba hore ke nna Morena. “Ena ke kodi-ya-malla eo ba tla e binela Egepeta. Basadi ba baditjhaba ba tla e bina, ba llele Egepeta le setjhaba sohle sa yona, ho rialo Morena.” Ka letsatsi la leshome le metso e mehlano la kgwedi selemong sa leshome le metso e mmedi, lentswe la Morena la fihla ho nna, la re: “Wena ngwana motho, llela setjhaba sa Egepeta, ebe o se romela Nqalong ya Bafu mmoho le baradi ba ditjhaba tse ding tse matla, tse theohetseng mohohlong. Ere ho tsona: “ Eo le mo fetang ka botjaka ke mang? Theohelang, le yo rapalla hara maqai! “Setjhaba sa Egepeta se tla shwela hara ba bolailweng ka sabole. Se abetswe sabole, kahoo se hulele ho yona le mabotho wohle a sona. Dinatla tsa bahlabani ba Nqalong ya Bafu di tla bua ka Faro le ba thusanang le yena, di re: Ba theohetse mona, mme ba rapaletse le maqai a bolailweng ka sabole. “Asiria e teng le mabotho wohle a yona, e teetswe hare ke mabitla a bahlabani bohle ba yona, ba bolailweng ka sabole. Mabitla a bona a dikgotjheletsaneng tsa mohohlo, a teetse lebitla la Asiria hare. Bohle ba bolailweng ka sabole, ke bona ba kileng ba tshosa batho ba phelang lefatsheng. “Elame le yona e teng, mabotho a yona a teetse lebitla la yona hare. Kaofela ha bona ba bolailwe ka sabole, ba theohela Nqalong ya Bafu e ntse le maqai; bona ba kileng ba tshosa batho ba phelang lefatsheng; jwale ba jere sekgobo sa bona mmoho le ba theohetseng mohohlong. Elame e abetswe diphate hara ba bolailweng le mabotho wohle a yona. E teetswe hare ke mabitla a bona; kaofela ha bona ke maqai a bolailweng ka sabole. Le hoja ba ile ba tshosa batho ba phelang lefatsheng, jwale ba jere sekgobo sa bona mmoho le ba theohetseng lebitleng. Elame e beilwe hara ba bolailweng. “Mesheke le Tubale le tsona di teng, mmoho le mabotho wohle a tsona. Di teetswe hare ke mabitla a bahlabani ba tsona; kaofela ha bona ke maqai a bolailweng ka sabole, le hoja ba ile ba tshosa batho ba phelang lefatsheng. Empa ha ba a epelwa le bahlabani ba maqai ba bolailweng, ba theohetseng Nqalong ya Bafu le dihlomo tsa bona tsa ntwa, ba ileng ba sama disabole tsa bona, ditopo tsa bona tsa kwahelwa ka dithebe tsa bona, le hoja ba ile ba tshosa dinatla tse phelang lefatsheng. “Le wena Faro, o tla robokelwa, o rapalle hara maqai le ba ileng ba bolawa ka sabole. “Edomo le yona e teng, le dikgosi tsa yona le mahosana a yona. Le hoja batho bana e ne e le dinatla, ba rapaletse le ba bolailweng ka sabole. Ba tla rapalla jwalo le maqai le ba theohelang mohohlong. “Ho teng le mahosana wohle a leboya, le Basidone bohle ba teng ba theohetseng mohohlong le ba bolailweng ka sabole. Le hoja ba ne ba tshajwa haholo, bonatla ba bona bo ba hlabisitse dihlong, ba shwele e ntse le maqai, ba rapaletse le ba bolailweng ka sabole, ba jere sekgobo sa bona le ba theohetseng mohohlong. “Faro o tla bona batho bana bohle ba bolailweng ka sabole, mme o tla tshediseha, yena le mabotho wohle a hae, ho rialo Morena Modimo. “Le hoja ke ile ka etsa hore Faro a tshajwe haholo ke batho ba phelang lefatsheng, o tla rapalla hara maqai le ba bolailweng ka sabole; yena Faro le mabotho wohle a hae, ho rialo Morena Modimo.” Lentswe la Morena la boela la fihla ho nna, la re: “Wena ngwana motho, bua le setjhaba sa heno, o re ho sona: Ha ke etsa hore naha e futuhelwe ka sabole, baahi ba naha eo ba ye ba kgethe e mong wa bona, ba mo etse molebedi. Ha a bona naha e futuhelwa ka sabole, o ye a letse lenaka, a hlabele setjhaba mokgosi. Mang le mang ya utlwang modumo wa lenaka, empa a sa tsotelle mokgosi oo, mme eba o bolawa ka sabole, e tla ba ke yena ya ipolaileng. Ka ho se natse mokgosi o hlajwang ke lenaka, ke yena ya ipolaileng. Empa hojane a ela mokgosi oo hloko a ka be a ile a pholoha. Le teng haeba molebedi a bona ho futuhelwa setjhaba ka sabole, feela a sa letse lenaka ho hlabela setjhaba mokgosi, eba motho e mong o bolawa ka sabole, motho eo o tla shwa ka baka la bokgopo ba hae, empa madi a motho eo wona ke tla a batla ho molebedi eo. “Jwale wena ngwana motho, ke o entse molebedi wa ntlo ya Iseraele; ka baka leo, ha o utlwa lentswe le tswang ho nna, o ba nee keletso ya ka. Ha nna ke re ho ya kgopo: Ruri o tla shwa, eba wena ha o mo eletse, kapa wa mo kgalemella ditsela tsa hae tse kgopo, motho eo ya kgopo o tla shwa ka baka la sebe sa hae, mme madi a hae wona ke tla a batla ho wena. Empa ha o eletsa ya kgopo, feela a sa kgutle bokgopong ba hae, o tla shwa ka baka la sebe sa hae, empa wena o tla be o ipholositse. “Ka baka leo, wena ngwana motho, bua le ba ntlo ya Iseraele, o re: Lona le re: “Ditlolo tsa rona le dibe tsa rona di a re imela, di a re ja. Re ka phela jwang?” Ere ho bona: Ke a hlapanya, ho rialo Morena Modimo, ha ke thabele lefu la ya kgopo, empa ke thabela ha ya kgopo a kgutla ditseleng tsa hae a tle a phele. Kgutlang! Kgutlang ditseleng tsa lona tse kgopo! Ke ka baka lang, lona ba ntlo ya Iseraele le ratang ho shwa?>*** “Ka baka leo, wena ngwana motho, ere ho setjhaba sa heno: Ho loka ha ya lokileng ho ke ke ha mo pholosa ha a etsa sebe, le ya kgopo ha a furalla bokgopo ba hae a ke ke a wa. Ya lokileng ha a etsa sebe a ke ke a phela ka baka la ho loka hoo a ho entseng pele. Ha ke re ho ya lokileng ruri o tla phela, empa a itshepela ho loka ha hae, mme a etsa bobe, ha ho le e nngwe ya dintho tse lokileng tseo a di entseng e tla hlola e sa hopolwa; o tla shwa ka baka la bokgopo boo a bo entseng. Le teng ha ke re ho ya kgopo: Ruri o tla shwa, eba jwale o kgutla dibeng tsa hae, o etsa ho lokileng le ho nepahetseng, o kgutlisa se neng se beilwe paneng, o kgutlisa le seo a neng a se utswitse, o boloka ditaelo tse phedisang, ha a sa hlola a etsa bokgopo, ruri o tla phela, a ke ke a shwa. Ha ho le se seng sa dibe tseo a ileng a di etsa pele se tla hlola se sa hopolwa. O entse ho lokileng, ho nepahetseng, mme ruri o tla phela. “Empa setjhaba sa heno se re: Tsela ya Morena ha e a loka, athe ke tsela ya sona e sa lokang. Ha ya lokileng a furalla ho loka ha hae, a etsa bokgopo, o tla shwa ka baka la bokgopo boo. Empa ha ya kgopo a furalla bokgopo ba hae, a etsa ho lokileng, ho nepahetseng, ka ho etsa jwalo o tla phela. Feela lona ba ntlo ya Iseraele le re: Tsela ya Morena ha e a loka. Ke tla ahlola e mong le e mong wa lona ho ya ka ditsela tsa hae.” Ka letsatsi la bohlano la kgwedi ya leshome selemong sa leshome le metso e mmedi sa ho thopuwa ha rona, motho e mong ya neng a ile a phonyoha Jerusalema a fihla ho nna, a re: “Motse o hapilwe!” Ka la maobane, mantsiboya, motho eo a eso ka a fihla ho nna, matla a tswang ho Morena a ne a ile a ntsukutla. Hoseng, motho eo a eso ka a fihla ho nna, Morena a rarolla leleme la ka, ka tseba ho bua. Lentswe la Morena la fihla ho nna, la re: “Wena ngwana motho, setjhaba se ahileng dithakong tsa naha ya Iseraele se re: Aborahama o ne a le mong to! empa naha ena o ile a e fuwa. Rona re bangata, mme le rona naha ena re e filwe hore e be lefa la rona. Ka baka leo, ere ho sona: Morena Modimo o bua tjena: Le ja nama e eso ka e fopha madi; le tshepile medingwana ya lona, le tsholla madi; jwale naha ee e ka ba ya lona jwang? Le tshepile disabole tsa lona, le etsa dintho tse manyala, kaofela ha lona le a feba; jwale naha ee e ka ba ya lona jwang?>*** “Ere ho sona: Morena Modimo o bua tjena: Ke a hlapanya, masalla a ahileng dithakong a tla bolawa ka sabole, ba hara naha ke tla ba neela dibatana di ba harole; ba diqhobosheaneng le ba mahaheng ba tla bolawa ke lefu la sewa. Naha ke tla e fetola nanaola, e be lefeella, matla ao e ikgantshang ka wona a fele. Dithaba tsa Iseraele di tla fetoha matswatlare, ha ho ya tla feta ho tsona. Ha ke se ke fetotse naha nanaola, e le lefeella, ka baka la manyala wohle ao ba a entseng, ke hona ba tla tseba hore ke nna Morena. “Wena ngwana motho, setjhaba sa heno se buisana ka wena se le pela marako le menyakong ya matlo, se re: Tloong le mamele molaetsa o tswang ho Morena. Setjhaba sena se tla ho wena, jwalokaha batho ba nne ba phuthehe, ba dule kapele ho wena, ba mamele dipolelo tsa hao, empa ba sa di phethe. Ka melomo ya bona ba bua jwalokaha eka ke batho ba nang le lerato, empa dipelo tsa bona di nyoretswe ho rua ka bolotsana. Ho batho bao wena o sebini feela se binang ka lentswe le monate, se tsebang ho letsa seletsa. Dipolelo tsa hao tsona ba a di utlwa, empa ha ba di phethe. “Ha tsena di phethahala, mme di tla fela diphethahale, ke hona ba tla tseba hore moporofeta o ne a le teng hara bona.” Lentswe la Morena la fihla ho nna, la re: “Wena ngwana motho, porofetela badisa ba Iseraele; ba porofetele, o re ho bona: Morena Modimo o bua tjena ho badisa: Ho madimabe badisa ba Iseraele ba iphepang ba le bang! Na badisa ha ba tshwanele ho fepa mohlape? Lona le ja mafureng, le apara tsa boya, le hlaba tse nonneng, empa ha le fepe mohlape. Ha le matlafatse tse tsetang, tse kulang ha le di phekole, tse robehileng ha le di tlamise, tse kgelohileng ha le di phuthe, tsa malahleha ha le di batle, empa le di kganna ka thata, le a di hlekefetsa. Ka baka la ho hloka modisa di qhalane, mme di jewa ke dibatana tsohle tsa naha. Dinku tsa ka di solla kahohle dithabeng le maralleng; mohlape wa ka o qhalane kahohle lefatsheng, mme ha ho ya o batlang, leha e le ho o batlisisa. “ Ka baka leo, lona badisa, mamelang lentswe la Morena! Ke a hlapanya, ho rialo Morena. Dinku tsa ka di fetohile lelobelo, mme di jewa ke dibatana tsohle tsa naha, ka baka la ho hloka modisa. Badisa ha ba a ka ba batla mohlape wa ka, empa ba ile ba iphepa ba le bang, ba se ke ba fepa mohlape wa ka. Ka baka leo, lona badisa, mamelang lentswe la Morena: Morena Modimo o bua tjena: Ke tla lwantsha badisa, mohlape wa ka ke o batle ho bona, ke be ke ba tlose bodiseng ba wona, e le hore ba tle ba se hlole ba iphepa ba le bang. Ke tla ntsha mohlape wa ka hanong la bona, ba se hlole ba iphepa ka wona. ” Morena Modimo o bua tjena: “Nna ka sebele ke tla batla dinku tsa ka, ke di batlisise. Jwalokaha modisa a batla dinku tsa hae ha a fumana di qhalane, le nna ke tla batla dinku tsa ka jwalo. Ke tla di phutha hohle moo di qhalanetseng teng mohla maru a kwahetseng, ho le lefifi. Ke tla di ntsha hara ditjhaba, ke di phuthe dinaheng disele, ke di kgutlisetse ha habo tsona. Ke tla di alosetsa dithabeng tsa Iseraele, le dikgohlong, le metseng yohle ya naha eo. Ke tla di katla makgulong a matala, di fule maloting a Iseraele. Di tla botha metebong e metle, di fule makgulong a nonneng, dithabeng tsa Iseraele. Nna ka sebele ke tla fepa mohlape wa ka, ke o bothise, ho rialo Morena Modimo. “Ke tla batla tse lahlehileng, ke phuthe tse kgelohileng, ke tlamise tse robehileng, ke matlafatse tse tsetang. Ha e le tse nonneng, tse matla, tsona ke tla di bolaya. Ke tla alosa mohlape wa ka ka toka. “Ha e le lona mohlape wa ka, ho rialo Morena Modimo, ke tla le ahlola, ke kgethe nku e lokileng ho e sa lokang, le dipheleu ho diphooko. Na ha ho a lekana hore le fule makgulong a matala? Na le tshwanela ho nna le hatakela ka maoto makgulo a setseng? Na ha ho a lekana hore le nwe metsi a hlwekileng? Na le tshwanela ho duka ka maoto metsi a setseng? Ebe mohlape wa ka o tla fula jwang boo le bo hataketseng ka maoto a lona, mme o nwe metsi ao le a dukileng ka maoto a lona?” Ka baka leo, Morena Modimo o bua tjena ho bona: “Bonang, nna ka sebele ke tla le ahlola, ke kgethe nku e nonneng ho e otileng. Dinku tsohle tse tsetang le ile la di thesela ka lehlakore le ka lehetla, la ba la di kweba ka dinaka tsa lona, ho fihlela le di qhalanyetsa kantle ho makgulo. Kahoo ke tla pholosa mohlape wa ka, o se hlole o lobelwa, ke ahlole, ke kgethe nku ho nku. Ke tla di nea modisa a le mong, e leng mohlanka wa ka Davida; o tla di alosa, a di fepe, e be modisa wa tsona. Nna Morena ke tla ba Modimo wa tsona, mme mohlanka wa ka Davida, e be kgosana ya tsona. Nna Morena ke buile jwalo. Ke tla etsa selekane sa kgotso le dinku tsa ka, ke fedise dibatana kahara naha, dinku tsa ka di iphelele ka kgotso lehwatateng, di ipothele merung. “Ke tla di hlohonolofatsa, ke hlohonolofatse le dibaka tse potapotileng leralla la ka. Ke tla nesa dipula ka nako ya tsona, e be dipula tsa mahlohonolo. Difate tsa naha di tla beha ditholwana, le masimo a medise dijalo. Setjhaba sa ka se tla itulela ka kgotso kahara naha; kahoo se tla tseba hore ke nna Morena, mohla ke robang joko e melaleng ya sona, ke se namolela matsohong a ba se entseng makgoba. Setjhaba sa ka se ke ke sa hlola se fetoha lelobelo la baditjhaba, le dibatana tsa naha di ke ke tsa se harola. Se tla itulela ka kgotso ho se motho ya se tshosang. Ke tla se medisetsa dijalo tsa bohlokwa; se ke ke sa hlola se bolawa ke tlala naheng eo ya sona, mme ha se sa tla jara sekgobo sa baditjhaba. Kahoo se tla tseba hore nna Morena Modimo wa sona, ke na le sona; se tsebe le hore sona, e leng ba ntlo ya Iseraele, ke setjhaba sa ka, ho rialo Morena Modimo. “Lona mohlape wa ka, dinku tsa makgulo a ka, le setjhaba sa ka, nna ke Modimo wa lona, ho rialo Morena Modimo.” Lentswe la Morena la fihla ho nna hape, la re: “Wena ngwana motho, tadima Thaba ya Seire, o e porofetele. Ere ho yona: Morena Modimo o bua tjena: “ Ke o halefetse, wena Thaba ya Seire, ke tla otlolla tsoho la ka, ke le otlollele hodima hao, ke o fetole nanaola le lefella. Metse ya hao ke tla e ripitla, wena ke o fetole, o be nanaola; kahoo a tla tseba hore ke nna Morena. “ Haesale o hloile bana ba Iseraele ho tloha kgale, wa tsholla madi a bona ka sabole ha ba le tsietsing, mohla o neng o ba ahlola la ho qetela. Ka baka leo, ke a hlapanya, ho rialo Morena Modimo, ke tla o bolaya, ke tsholle madi a hao. Erekaha ha o a ka wa hloya tshollo ya madi, ke tla tsholla madi a hao. Ke tla fetola Thaba ya Seire letswatlare, ke bolaye bohle ba tsamayang ho yona. Wena Seire, dithaba tsa hao ke tla di kwahela ka ditopo; ba bolailweng ka sabole ba tla tlala maralleng, le dikgohlong, le dinokeng tsohle tsa hao. Ke tla o fetola letswatlare ho isa kgale, metse ya hao e fetohe dithako. Kahoo o tla tseba hore ke nna Morena. “ O ile wa re: “Ditjhaba tsena tse pedi le dinaha tsena tse pedi e tla ba tsa ka, mme re tla di hapa,” le hoja nna Morena, ke ne ke ntse ke le teng. Ka baka leo, ke a hlapanya, ho rialo Morena Modimo, ke tla o otlela kgalefo eo o neng o ba halefetse ka yona, le mohono oo o neng o ba honohela ka wona, le lehloyo leo o neng a ba hloile ka lona. Ha ke se ke o ahlotse ke tla itsebisa bona. Le wena o tla tseba hore nna Morena, ke utlwile dinyefelo tsohle tseo o ileng wa nyefola dithaba tsa Iseraele ka tsona, wa re: “Di fetohile matswatlare; re di neilwe hore re di lobele.” Ka melomo ya lona le ile la ithorisetsa nna, la mpuela mantswe a mangata a le fetang, mme ka a utlwa. ” Morena Modimo o bua tjena: “Ke tla o fetola letswatlare hoo lefatshe lohle le tla nyakalla. Kaha o ile wa thabela ho bona ntlo ya Iseraele, eo e leng lefa la ka, e ripitlwa, le wena ke tla o etsa jwalo, wena Thaba ya Seire. O tla fetoha letswatlare, le Edomo yohle e be jwalo. Ka hona ba tla tseba hore ke nna Morena.” “Wena ngwana motho, porofetela dithaba tsa Iseraele, o re: Lona dithaba tsa Iseraele, mamelang lentswe la Morena. Morena Modimo o bua tjena: Dira di ile tsa tsheha, tsa re: “Aha! Dihlaba tsa boholoholo re di hapile!” “Ka baka leo, porofeta, o re: Morena Modimo o bua tjena: Ba ile ba le ripitla, ba le hapa kahohle hore le tle le be lefa la masalla a baditjhaba, ba le bua hampe, ba le soma. Jwale lona dithaba tsa Iseraele, mamelang lentswe la Morena Modimo: Morena Modimo o bua tjena ho dithaba, le ho maralla, le ho dinoka, le ho dikgohlo, le ho dithako tseo e seng e le masupi, le ho metse e setseng e le feela, e ileng ya fetoha lelobelo le sesomo ho masalla a baditjhaba a le potapotileng. “ Ka baka leo, Morena Modimo o bua tjena: Ka baka la poulelo ya ka e kgolo, ke buile ke halefetse ditjhaba tse ding le Edomo yohle, hobane ka monyaka le ka ho tella ho hoholo ba ikgapetse naha ya ka, e le hore ba tle ba inkele makgulo a yona. “Ka baka leo, porofetela naha ya Iseraele, mme o bue ho dithaba, le ho maralla, le ho dinoka, le ho dikgohlo, o re: Morena Modimo o bua tjena: Ke bua ka kgalefo le ka lefufa, hobane le ile la nyefolwa ke baditjhaba. Kahoo Morena Modimo a bua tjena: Ke a hlapanya, ke re ditjhaba tse le potapotileng le tsona di tla nyefolwa. “ Empa lona, dithaba tsa Iseraele, le tla hlomela makala, le behele setjhaba sa ka sa Iseraele ditholwana, hobane se haufi se kgutlela ha habo sona. Ke na le lona, ke tla le rekolohela; le tla lemelwa, mme le jallwe. Ke tla ngatafatsa setjhaba sa lona, ke ngatafatse le ntlo yohle ya Iseraele. Metse e tla boela e eba le baahi, le dithako di tsoswe. Ke tla ngatafatsa batho le diphoofolo tsa bona, mme ba tla tswala bana, ba ate. Le tla boela le haha ditsheng tsa lona tsa kgale, mme le atlehe ho feta pele. Kahoo le tla tseba hore ke nna Morena. Ke tla etsa hore setjhaba sa ka sa Iseraele se boele se tsamaye ditseleng tsa lona. Se tla le hapa, le be lefa la sona; le ke ke la hlola le se bolaela bana. “ Morena Modimo o bua tjena: Batho ba re ho wena: “O sejabatho, mme jele bana ba setjhaba sa hao;” ka baka leo, o ke ke wa hlola o eja batho, leha e le ho ja bana ba setjhaba sa hao, ho rialo Morena Modimo. Ha nka ke ka hlola ke etsa hore o utlwe baditjhaba ba o soma, kapa ditjhaba di o nyefola, kapa ka etsa hore setjhaba sa heno se we, ho rialo Morena Modimo. ” Lentswe la Morena la fihla ho nna hape, la re: “Wena ngwana motho, ha setjhaba sa Iseraele se ne se sa phela naheng ya habo sona, se ile sa e silafatsa ka boitshwaro ba sona le ka diketso tsa sona. Ho nna boitshwaro ba sona bo ne bo ka sesila sa mosadi ya nang le lehatlelo. Kahoo ke ile ka hlatsetsa kgalefo ya ka hodima sona ka baka la madi ao se ileng sa a tsholla kahara naha, le ka baka la medingwana ya sona, eo se silafaditseng naha ka yona. Ke ile ka se qhalanyetsa hara baditjhaba, mme sa qhalanngwa hara dinaha; ka se ahlolela boitshwaro ba sona, le diketso tsa sona. Hohle moo se ileng sa ya teng hara baditjhaba, se ile sa silafatsa lebitso la ka le halalelang, hobane ho ile ha buuwa ka sona, ha thwe: Sena ke setjhaba sa Morena, empa se ile sa tlameha ho tswa naheng ya hae. Empa ke ile ka boulela lebitso la ka le halalelang, leo ba ntlo ya Iseraele ba ileng ba le silafatsa hara ditjhaba tseo ba neng ba ile ho tsona. “Ka baka leo, ere ho ba ntlo ya Iseraele: Morena Modimo o bua tjena: Hase ka baka la lona, lona ba ntlo ya Iseraele, ke etsang sena, empa ke ka baka la lebitso la ka le halalelang, leo le le silafaditseng hara ditjhaba tseo le ileng ho tsona. Ke tla bonahatsa kgalalelo ya lebitso la ka le leholo, leo le le silafaditseng hara ditjhaba, lebitso leo le le silafaditseng hara tsona. Ha ke se ke bonahaditse kgalalelo ya ka ka lona, moo baditjhaba ba ntseng ba bona, ba tla tseba hore ke nna Morena, ho rialo Morena Modimo. “Ke tla le ntsha hara baditjhaba, ke le phuthe dinaheng tsohle, ke le kgutlisetse naheng ya habo lona. Ke tla le fafatsa ka metsi a hlwekileng, mme le tla hlweka; ke le hlwekise ditshileng tsohle tsa lona, le medingwana yohle ya lona ya bohata ke e tlose. Ke tla le nea pelo e ntjha le moya o motjha, ke fedise pelo tse thata sa lejwe tse ka ho lona, ke le nee pelo tse ikokobeditseng. Ke tla le nea Moya wa ka, ke etse hore le tsamaye ho ya ka ditaelo tsa ka, le boloke melao ya ka, le e phethe. Le tla aha naheng eo ke neng ke e nee bo-ntata lona. Le tla ba setjhaba sa ka, mme nna ke be Modimo wa lona. Ke tla le lopolla ho tsohle tse le silafatsang, ke le tlisetse tjhai ya koro, le se ke la hlola le bolawa ke sekoboto. Ke tla etsa hore difate tsa lona di behe haholo, masimong le tjhaye dijo tse ngata, e le hore le se hlole le jara sekgobo sa sekoboto hara baditjhaba. Kahoo le tla hopola metsamao ya lona e mebe le diketso tsa lona tse kgopo, mme le inyonye ka baka la makgopo a lona le manyala a lona. Le ke le tsebe hore hase ka baka la lona ke etsang sena, ho rialo Morena Modimo. Lona ba ntlo ya Iseraele, hlajwang ke dihlong, le swabele boitshwaro ba lona! “Morena Modimo a bua tjena: Mohla ke seng ke le hlwekisitse makgopong wohle a lona, ke tla boela ke le ahisa metseng ya lona, le dithako di tsoswe. Naha e fetohileng nanaola e tla lengwa hape, e se ke ya dula e le thite mahlong a bohle ba fetang ka tsela. Ba tla re: Naha ena e neng e le nanaola, e se e tshwana le tshimo ya Edene; metse e neng e setse e le dithako, e senyehile, e le masupi, jwale e haheleditswe, e na le baahi. Kahoo baditjhaba ba setseng ba le potapotile ba tla tseba hore ke nna Morena, ya tsositseng masupi, a lema masimo a neng a se a letse. Nna Morena, ke buile jwalo mme ke tla phethahatsa. “Morena Modimo o bua tjena: Seo ke tla boela ke dumela ba ntlo ya Iseraele ho nkopa sona, mme ke ba etsetse sona, ke sena: Ke tla ba atisetsa thari, ba be jwaloka mohlape wa dinku, ba ngatafale jwaloka mehlape ya dinku eo ho nyehelwang ka yona Jerusalema, mohla mekete e halalelang. Ka mokgwa o jwalo metse e fetohileng masupi e tla tlala matshweletshwele a batho, mme ba tsebe hore ke nna Morena.” Matla a tswang ho Morena a ntsukutla. Morena a nkuka ka Moya wa hae, a mpea kahara kgohlo e tletseng masapo. A ntsamaisa hohle kahara kgohlo eo, ka bona masapo a mangata haholo, a omeletseng haholo! Morena a mpotsa, a re: “Wena ngwana motho, na masapo aa a ka boela a phela?” Ka araba, ka re: “Morena Modimo, ke wena feela ya tsebang.” Yaba o re ho nna: “Porofetela masapo ana, o re ho wona: Lona masapo a omeletseng, mamelang lentswe la Morena! Morena Modimo o bua tjena ho masapo ana: Ke tla budulela moya kahare ho lona, mme le tla boela le phele. Ke tla manamisa mesifa hodima masapo, nama e hlomele hodima wona, ke kwahele ka letlalo, ebe ke budulela moya kahare ho lona, mme le tla boela le phele. Kahoo le tla tseba hore ke nna Morena. ” Yaba ke porofeta jwalokaha ke laetswe. Ha ke ntse ke porofeta, ho ile ha utlwahala leswahlaswahla, ka bona masapo a sisinyeha, a atamelana, lesapo ka leng le kopana le la habo lona. Ka tadima, mme ka bona mesifa le dinama di hlomela hodima wona, le letlalo le a kwahela, empa a ne a sa phefumolohe. Yaba Morena o re ho nna: “Porofetela moya; porofeta, wena ngwana motho, o re ho wona: Morena Modimo o bua tjena: Wena moya, foka o etswa qoleng tse nne tsa lefatshe, o phefumolohele ditopo tsena, di tle di phele. ” Yaba ke porofeta jwalokaha a ntaetse, moya wa kena kahare ho ditopo, tsa tsoha, tsa ema ka maoto, e le lebotho le leholohadi. Jwale Morena a re ho nna: “Wena ngwana motho, masapo ana a tshwantsha bohle ba ntlo ya Iseraele. Ha ba bua ba re: Masapo a rona a omeletse, re feletswe ke tshepo, re timeletswe. Ka baka leo, porofeta, o re ho bona: Morena Modimo o bua tjena: Bonang, lona setjhaba sa ka, ke tla bula mabitla a lona, ke le ntshe kahara wona, ke le kgutlisetse naheng ya Iseraele. Ha ke se ke butse mabitla a lona, ke le ntshitse kahara wona, lona setjhaba sa ka, le tla tseba hore ke nna Morena. Ke tla le nea Moya wa ka, mme le tla phela. Ke tla le ahisa naheng ya lona, kahoo le tla tseba hore nna Morena, ke buile jwalo, mme ke phethahaditse, ho rialo Morena. ” Lentswe la Morena la fihla hape ho nna, la re: “Wena ngwana motho, nka molamu o le mong, o ngole hodima wona, o re: Ke wa Juda le bana ba Iseraele ba thusanang le yena. Ebe o nka molamu o mong hape, o ngola hodima wona, o re: Ke wa Josefa, molamu wa Efraime le bohle ba ntlo ya Iseraele ba thusanang le yena. Jwale o kopanye dintlha tsa melamu ena e tle e be molamu o le mong ka letsohong la hao. “Ha setjhaba sa heno se re ho wena: A ko re hlalosetse seo o se bolelang ka ketso ena, wena o tle o re ho sona: Morena Modimo o bua tjena: Ke tla nka molamu o ka letsohong la Efraime, e leng molamu wa Josefa le ba morabe wa Iseraele ba thusanang le yena, ke o kopanye le molamu wa Juda, ke e etse molamu o le mong, mme molamu o tla ba mong ka letsohong la ka. “Moo setjhaba se ntseng se bona, o tshware melamu eo e mmedi, eo o ngotseng hodima yona, mme o re ho sona: Morena o bua tjena: Ke tla ntsha bana ba Iseraele hara baditjhaba bao ba ileng ho bona, ke ba phuthe hohle, ke ba kgutlisetse naheng ya bona. Ke tla ba etsa setjhaba se le seng hodima dithaba tsa naha ya Iseraele. Ba tla buswa ke kgosi e le nngwe kaofela ha bona; e ke ke ya hlola e eba ditjhaba tse pedi, ho hang ba ke ke ba hlola ba ikarola, ba iketsa mebuso e mmedi. Ba ke ke ba hlola ba itshilafatsa ka medingwana ya bona, le ka dintho tsa bona tse manyala, kapa ka e nngwe feela ya ditshito tsa bona. Ke tla ba lopolla hohle moo ba phelang teng, moo ba etseditseng sebe teng, ke ba hlwekise. E tla ba setjhaba sa ka, mme nna ke be Modimo wa bona. “ Mohlanka wa ka Davida e tla ba kgosi ya bona. Ba tla ba le modisa a le mong feela, ba tsamaye ka melao ya ka, ba boloke ditaelo tsa ka, ba di phethe. Ba tla aha naheng eo ke e neileng mohlanka wa ka Jakobo, naheng eo bo-ntata lona ba neng ba ahile ho yona. Le bona, mmoho le bana ba bona le ditloholwana tsa bona, ba tla aha teng kamehla, mme Davida, mohlanka wa ka, e tla ba kgosana ya bona kamehla yohle. Ke tla etsa selekane sa kgotso le bona, mme e tla ba selekane sa kamehla yohle. Ke tla ba tsitsisa, ke ba ngatafatse, mme ke emise Sehalalelo sa ka hara bona kamehla yohle. Leaho la ka le lona le tla ba hara bona; nna ke tla ba Modimo wa bona, bona e be setjhaba sa ka. Baditjhaba ba tla tseba hore ke nna Morena ya halaletsang Iseraele, ha Sehalalelo sa ka se se se eme kahara bona kamehla yohle. ” Lentswe la Morena la fihla ho nna, la re: “Wena ngwana motho, tadima Gogo, e leng kgosana e kgolo ya Mesheke le Tubale, ya naheng ya Magogo. O mo porofetele, o re: Morena Modimo o bua tjena: Ke a o lwantsha, wena Gogo kgosana e kgolo ya Mesheke le Tubale. Ke tla o kgutlisa, mehlahare ya hao ke e qadipe ka dilope, ke o ntshe le mabotho wohle a hao le dipere le bapalami ba tsona ba hlometseng, e le letshwelehadi le hlometseng ka dithebe le dithejana, bohle ba tshwere disabole tsa bona. Peresiya le Kushe le Pute di tla ba le bona, bohle ba le dithebe le dikatiba tsa tshepe, le yona Gomere ka mabotho wohle a yona, le Bete-Togarema e tswang hole leboya ka mabotho wohle a yona, le ditjhaba tse ngata di ena le wena. “ Wena le mabotho a hao wohle a phuthehetseng ho wena ebang malala-a-laotswe, wena o be molaodi wa wona. Hoba ho fete matsatsi a mangata o tla futuha. Ka dilemo tse hlahlamang o tla kena naheng e sa tswa futuhelwa, eo setjhaba sa yona se ileng sa phuthwa dinaheng tse ngata ho ya dithabeng tsa Iseraele tseo e neng e le kgale di le feela. Se ne se ile sa ntshwa ditjhabeng tse ding, mme jwale se phela ka kgotso. Wena le mabotho wohle a hao le ditjhaba tse ngata tse emeng le wena, le tla nyoloha jwaloka sefefo, le be jwaloka leru le kwahelang naha. “ Morena Modimo o bua tjena: Mohlang oo o tla fihlelwa ke mehopolo kelellong ya hao, ebe o rera merero e mebe. O tla re: “Ke tla futuhela metsana e sa hahaletswang, ke hlasele setjhaba se iketlileng, se iphelelang ka kgotso, se iphelelang metseng e sa haheletswang, e se nang dikgoro le mekwallo. Ke tla se lobela, ke se hape, ke ntano futuhela dithako tse tsositsweng, le setjhaba se phuthilweng hara baditjhaba, se nang le diphoofolo le matlotlo, se phelang bohareng ba lefatshe.” Sheba le Dedane le bahwedi ba Tarashishe le bahale bohle ba yona, ba tla re ho wena: “Na o tlile ho re lobela? Na o phuthile mabotho a hao ho tla ikgapela silefera le kgauta, le diphoofolo le thepa, le ho inkela kgapo e ngata?” “Ka baka leo, wena ngwana motho, porofetela Gogo, o re: Morena Modimo o bua tjena: Mohla setjhaba sa ka sa Iseraele se phelang ka kgotso, na ha o na ho elellwa hoo? O tla tloha haeno, hole leboya, o ena le ditjhaba tse ngata, bohle ba palame dipere, le le lebothohadi le matla. O tla futuhela setjhaba sa ka sa Iseraele jwaloka leru le kwahetseng naha. Ka matsatsi a tlang, wena Gogo, o tla futuhela naha ya ka, e le hore baditjhaba ba tle ba ntsebe ha ke bonahatsa kgalalelo ya ka ka wena Gogo, moo ba ntseng ba bona. “ Morena Modimo o bua tjena: Na hase wena eo mehleng e fetileng ke ileng ka bua ka wena, ka bahlanka ba ka, baporofeta ba Iseraele? Mohlang oo ba ile ba porofeta ka dilemo tse ngata, ba re ke tla etsa hore o futuhele Baiseraele. “ Ka tsatsi leo, ha Gogo a futuhela naha ya Iseraele, ho tla ba tjena: Kgalefo ya ka e tla tlokoma, ho rialo Morena Modimo. Ka baka la poulelo ya ka ke hlapanya ke halefile haholo, ke re mohlang oo tshisinyeho e kgolo ya lefatshe e tla ba teng naheng ya Iseraele. Ditlhapi tsa lewatle, le dinonyana tsa lehodimo, le dibatana tsa naha, le dihahabi tsohle, le batho bohle ba lefatsheng, tsena tsohle di tla thothomela kapele ho nna. Dithaba di tla bothalatswa, mafika a thetehe, le marako wohle a helehe. Ke tla dihela Gogo dikoduwa ka mefuta ya tsona dithabeng tsohle tsa ka, ho rialo Morena Modimo. Motho ka mong o tla bolaya ngwanabo ka sabole. Ke tla mo ahlolela lefu la sewa le tshollo ya madi, yena le mabotho a hae, le ditjhaba tse ngata tseo a nang le tsona, ke ba nesetse pula ya sekgohola, le sefako se dinaka, le mollo, le sebabole. Ke tla bonahatsa jwalo boholo ba ka le kgalalelo ya ka, ke itsebise ditjhaba tse ngata moo di ntseng di bona. Kahoo di tla tseba hore ke nna Morena. “Wena ngwana motho, porofetela Gogo, o re: Morena Modimo o bua tjena: Bona, ke a o lwantsha wena Gogo, o leng kgosana e kgolo ya Mesheke le Tubale. Ke tla o kgutlisa, ke o hulanye, ke o nyolle hole leboya, o yo futuhela dithaba tsa Iseraele. Ke tla phaila seqha se letsohong la hao le letshehadi, se we, ke dihe metsu e letsohong la hao le letona. Wena Gogo le mabotho a hao, le ditjhaba tse emeng le wena, le tla bolaelwa hodima dithaba tsa Iseraele, ditopo tsa lona di jewe ke dinonyana tse jang dififi, le ke dibatana tsa naha. Le tla bolaelwa hara naha, hobane ke buile jwalo, ho rialo Morena Modimo. Ke tla romella mollo naheng ya Magogo le ho bohle ba ahileng mabopong a lewatle, ba phelang ka kgotso, mme ba tla tseba hore ke nna Morena. “ Ke tla etsa hore lebitso la ka le halalelang le tsejwe hara setjhaba sa ka sa Iseraele. Ha nka ke ka hlola ke dumela hore lebitso la ka le halalelang le silafatswe, mme baditjhaba ba tla tseba hore nna ke Morena ya halalelang wa Iseraele. Bonang letsatsi le a tla! Le tla fela le tle! ho rialo Morena Modimo. Ke lona letsatsi leo ke buileng ka lona. “ Baahi ba metse ya Iseraele ba tla tswa, ba bese mollo ka dibetsa tsa bona: dithebe le dithejana, diqha le metsu, dikoto le marumo. Ba tla qeta dilemo tse supileng ba ntse ba besa mollo ka tsona. Kahoo ba ke ke ba hlola ba rwalla patsi naheng, kapa ba rema difate merung, hobane ba tla besa mollo ka dibetsa tsa bona. Ba tla tlatlapa ba ileng ba ba tlatlapa, ba hape tsa ba ileng ba hapa tsa bona, ho rialo Morena Modimo. “ Ka lona letsatsi leo, ke tla fa Gogo setsha sa mabitla naheng ya Iseraele, kgohlong ya ba etelang nqa botjhabela ho lewatle. Setsha sena se tla thiba tsela ya baeti, hobane Gogo le matshwele a hae ba tla epelwa hona teng. Kahoo sebaka seo se tla bitswa Hamone-Gogo. “ Ka kgwedi tse supileng Baiseraele ba tla nne ba ba epele, e le hore ba hlwekise naha. Batho bohle ba naha eo ba tla thusa ho ba epela, mme hona e be tlotla ho bona, letsatsing leo ke tlang ho tlotliswa ka lona, ho rialo Morena Modimo. “ Etlare ha ho fetile dikgwedi tse supileng ho kgethwe banna ba tla potoloha le naha yohle, ho batla ditopo tse rapaletseng hara naha, ba di epele, e le hore naha e tle e hlweke. Ha ba ntse ba tsamaya hara naha jwalo, mme e mong a bona lesapo la motho, o tla hloma mokolokotwane hona moo, ho fihlela ba tjhekang mabitla ba le epela ka kgohlong ya Hamone-Gogo. Lebitso la motse le lona e tla ba Hamone. Ba tla hlwekisa naha jwalo. “Wena ngwana motho, Morena Modimo o bua tjena: Bitsa dinonyana ka mefuta ya tsona, le dibatana tsohle tsa naha, o re: Phuthehang kaofela, le etswa hohle, le tle kwano sehlabelong sa ka, seo ke le etsetsang sona, sehlabelo se seholo se hodima dithaba tsa Iseraele, e le hore le tle le je nama le nwe le madi. Le tla ja nama ya bahale, le nwe madi a mahosana a lefatshe, jwalokaha eka ke a dipheleu, le a dikonyana, le a dipodi, le a dipohwana tseo kaofela ha tsona e leng tse nontshitsweng tsa Bashane. Sehlabelong seo ke le etseditseng sona le tla ja mafura ho fihlela a le tena, le nwe le madi ho fihlela a le taha. Tafoleng ya ka le tla ja, le kgore nama ya dipere le ya bapalami ba tsona, le ya bahale le ya bahlabani ka mefuta ya bona, ho rialo Morena Modimo. “Ke tla bonahatsa tlotla ya ka hara baditjhaba, mme baditjhaba bohle ba tla bona dikahlolo tsa ka, ba bone le letsoho leo ke ba otlileng ka lona. Ka mokgwa o jwalo, ho tloha mohla tsatsi leo, ba ntlo ya Iseraele ba tla tseba hore ke nna Morena Modimo wa bona. Baditjhaba ba tla tseba hore ba ntlo ya Iseraele ba ile ba iswa bothopuweng ka baka la bokgopo ba bona, hobane ba ile ba ntshitelwa. Ka baka leo, ke ile ka ba patela sefahleho sa ka, ka neelana ka bona matsohong a dira tsa bona, mme bohle ba ile ba bolawa ka sabole. Ke ile ka ba otla ho ya ka ditshila tsa bona le ditlolo tsa bona, mme ka ba patela sefahleho sa ka. “Ka baka leo, Morena Modimo o bua tjena: Jwale ke tla kgutlisa ba ntlo ya Jakobo bothopuweng, ke hauhele bohle ba ntlo ya Iseraele, mme ke boulele lebitso la ka le halalelang. Ha ba se ba phela ka kgotso naheng ya bona, ho se ya ba tshosang, ba tla lebala dihlong tsa bona, le ditshito tsohle tseo ba ileng ba ntshitelwa ka tsona. Ha ke se ke ba kgutlisitse ditjhabeng, ke ba ntshitse dinaheng tsa dira tsa bona, ke tla ikgalaletsa ka bona moo ditjhaba tse ngata di ntseng di bona. Ke moo ba tla tseba hore ke nna Morena Modimo wa bona, ya ileng a ba isa bothopuweng, hara baditjhaba, a ba a ba kgutlisetsa naheng ya habo bona, ho se le ya mong ya setseng moo. Nke ke ka hlola ke ba patela sefahleho sa ka, hobane ke theoletse Moya wa ka hodima ba ntlo ya Iseraele, ho rialo Morena Modimo.” Ka letsatsi la leshome la kgwedi, qalong ya selemo sa mashome a mabedi a metso e mehlano re le bothopuweng, e le selemo sa leshome le metso e mene motse wa Jerusalema o ripitlilwe, ka lona letsatsi leo matla a tswang ho Morena a ntsukutla, a nkukela hona Jerusalema. Modimo a nkisa naheng ya Iseraele ka pono, a mpea hodima thaba e telelehadi, eo ka borwa ho yona ho neng ho ena le ho kang mehaho ya motse. A nkatametsa pela motse, mme ka bona monna eo sebopeho sa hae e neng e ka se bopilwe ka lethose. O ne a eme kgorong, ka letsohong la hae a tshwere kgwele ya lene, le leqala le methang. Monna eo a re ho nna: “Wena ngwana motho, tadimisisa, o mamedisise, o ele hloko tsohle tseo ke tla o bontsha tsona, hobane o tlisitswe kwano hore ke tle ke o bontshe tsona. O tle o bolelle Baiseraele tsohle tseo o di bonang.” Yaba ke bona lerako le potapotileng Tempele. Bolelele ba leqala le methang, leo monna eo a neng a le tshwere, bo ne bo etsa dimethara tse tharo. A metha lerako lena: Morumo wa lona o ne o etsa dimethara tse tharo, le bophahamo ba lona bo etsa dimethara tse tharo. Jwale monna eo a ya kgorong e shebileng botjhabela. A nyoloha ka mehato ya yona, a metha monyako wa yona: Bophara ba wona bo ne bo etsa dimethara tse tharo. Kamore ka nngwe ya dikamore tsa balebedi e ne e etsa dimethara tse tharo ka bolelele, le tse tharo ka bophara, mme morumo wa marako a di arolang e ne e le dimethara tse pedi le halofo. Monyako o pela lethule le tobaneng le Tempele o ne o etsa dimethara tse tharo ka bophara. Yaba monna eo o metha lethule la kgoro: Le ne le etsa dimethara tse nne ka bolelele, dikosene tsa lona di etsa methara e le nngwe ka morumo. Lethule la kgoro le ne le shebane le Tempele. Kahare ho kgoro e ka botjhabela ho ne ho ena le dikamore tse tharo tsa balebedi ka lehlakoreng le leng le le leng: Boraro ba tsona di ne di lekana, difahleho tsa marako a di arolang ka lehlakoreng le leng le le leng le tsona di lekana. Monna eo a nto metha bophara ba monyako wa kgoro: Bophara bo ne bo etsa dimethara tse hlano, bolelele bona e le dimethara tse tsheletseng le halofo. Kapele ho kamore e nngwe le e nngwe ya balebedi ho ne ho ena le lerako le etsang halofo ya methara ka bophahamo; bolelele le bophara ba dikamore tsena bo ne bo lekana, e le dimethara tse tharo. Yaba o metha kgoro ho tloha hodimo, ke ho re motsheo ho kamore e le nngwe ya balebedi ho ya hodimo motsheo ho e shebaneng le yona: Bolelele e ne e le dimethara tse leshome le metso e mmedi le halofo. A metha difahleho tsa marako a arolang dikamore tsa balebedi kahare ho kgoro: Ya eba dimethara tse mashome a mararo. Ho ne ho methwa ho ya fihla lethuleng le kapele ho lebala. Bolelele ba ho tloha monyako wa kgoro ho ya fihla motsheo ho lethule la yona, e ne e le dimethara tse mashome a mabedi a metso e mehlano. Dikamore tsa balebedi, mmoho le marako a di arolang kahare ho kgoro, di ne di phethilwe ho potoloha hodimo ka difesetere tse tshesanyane; le lona lethule le le jwalo. Difesetere tsena, ho potoloha, di ne di bulehela kahare. Difahleho tsa marako a arolang dikamore tsa balebedi di ne di kgabisitswe ka ditshwantsho tsa difate tsa dipalema. Jwale monna eo a nkisa lebaleng le kantle. Teng ka bona dikamore tse ding, le tsela e katilweng ho potoloha lebala lena. Dikamore tse mashome a mararo di ne di sika le tsela ena e katilweng. Tsela ena e ne e sika le mahlakore a kgoro, mme bophara ba yona bo ne bo lekana le bolelele ba wona. E ne e le tsela e katilweng, e katlase. Yaba o metha bophara ho tloha kahare ho kgoro e katlase ho ya kantle ho lebala le kahare: Bolelele e ne e le dimethara tse mashome a mahlano ka lehlakoreng le ka botjhabela le ka ho le ka leboya. Jwale monna eo a metha bolelele le bophara ba kgoro e ka leboya, e tswelang lebaleng le kantle. Dikamore tse tharo tsa balebedi, tse ka lehlakoreng le leng le le leng la tsela, le marako a di arolang, le lethule, tsena di ne di lekana le tsa kgoro e ka botjhabela. Bolelele ba kgoro ena e ne e le dimethara tse mashome a mabedi a metso e mehlano, bophara bona e le dimethara tse leshome le metso e mmedi le halofo. Difesetere tsa yona, le lethule la yona, le mekgabiso ya yona ya ditshwantsho tsa difate tsa dipalema, di ne di ena le ditekanyo tse lekanang le ditekanyo tsa kgoro e ka botjhabela. Ho ne ho nyolohelwa ho yona ka mehato e supileng e malebana le lethule la yona. Kgoro e kenang ka lebaleng le kahare e ne e le ka leboya, jwalokaha e nngwe e ne e le ka botjhabela. Monna enwa a metha ho tloha kgorong e nngwe ho isa ho e shebaneng le yona: Bolelele ya eba dimethara tse mashome a mahlano. Yaba monna eo o nkisa lehlakoreng le ka borwa, mme ka bona kgoro e shebileng borwa. A metha dikosene tsa monyako wa yona le lethule la yona: Di ne di ena le ditekanyo tse lekanang le tsa dikgoro tse ding. Kgoro le lethule la yona di ne di ena le difesetere ho potoloha, jwaloka difesetere tsa dikgoro tse ding. Bolelele ba kgoro e ne e le dimethara tse mashome a mabedi a metso e mehlano, bophara ba yona e le dimethara tse leshome le metso e mmedi le halofo. Ho ne ho nyolohelwa ho yona ka mehato e supileng, mme lethule la yona le ne le tobane le mehato ena. Ditshwantsho tsa difate tsa dipalema di ne di kgabisitse difahleho tsa marako a arolang dikamore tsa yona tsa balebedi, ka lehlakoreng le leng le le leng. Lebala le kahare le lona le ne le ena le kgoro e shebileng borwa. Monna eo a metha ho tloha kgorong ena ho ya fihla kgorong e kantle, e ka lehlakoreng le ka borwa: E ne e le dimethara tse mashome a mahlano. Monna eo a nkisa lebaleng le kahare, a nkenya ka kgoro e ka borwa. A metha kgoro e ka borwa, mme ditekanyo tsa yona tsa lekana le tsa dikgoro tse ding. Dikamore tsa yona tsa balebedi, le marako a di arolang, le lethule la yona, di ne di lekana le tse ding ka ditekanyo. Kgoro le lethule la yona di ne di ena le difesetere ho potoloha. Bolelele kaofela e ne e le dimethara tse mashome a mabedi a metso e mehlano, bophara bona e le dimethara tse leshome le metso e mmedi le halofo. Mathule a dikgoro, ho potoloha lebala le kahare, a ne a etsa bolelele ba dimethara tse leshome le metso e mmedi le halofo, le bophara ba dimethara tse pedi le halofo. Lethule la yona le ne le shebile lebaleng le kantle; ditshwantsho tsa difate tsa dipalema di ne di kgabisitse dikosene tsa monyako wa yona, mme mehato e nyolohelang kgorong e ne e le robedi. Monna eo a nto nkisa lebaleng le kahare, le ka nqa botjhabela, mme a metha kgoro. E ne e ena le ditekanyo tse lekanang le tsa dikgoro tse ding. Dikamore tsa yona tsa balebedi, le marako a yona a di arolang, le lethule la yona, di ne di lekana le tse ding ka ditekanyo. Kgoro le lethule la yona di ne di ena le difesetere ho potoloha. Bolelele kaofela e ne e le dimethara tse mashome a mabedi a metso e mehlano, bophara bona e le dimethara tse leshome le metso e mmedi le halofo. Lethule la yona le ne le shebile lebaleng le kantle, ditshwantsho tsa difate tsa dipalema di ne di kgabisitse dikosene tsa monyako wa yona, mme mehato e nyolohelang kgorong e le robedi. Jwale monna enwa a nkisa kgorong e ka leboya, mme a e metha. E ne e ena le ditekanyo tse lekanang le tsa dikgoro tse ding. Dikamore tsa yona tsa balebedi, le marako a di arolang, le lethule la yona, le difesetere tse e potapotileng, tsena le tsona di ne di lekana le tse ding. Bolelele ba kgoro e ne e le dimethara tse mashome a mabedi a metso e mehlano, bophara e le dimethara tse leshome le metso e mmedi le halofo. Lethule la yona le ne le shebile lebaleng le kantle, ditshwantsho tsa difate tsa dipalema di ne di kgabisitse dikosene tsa monyako wa yona, mme mehato e nyolohelang kgorong e le robedi. Haufi le lethule la kgoro e ka leboya, ho ne ho ena le kamore e nang le monyako, e le kamoo ho hlatswetswang diphoofolo tsa setjheso kateng. Kahare ho lethule la kgoro ho ne ho ena le ditafole tse pedi ka lehlakoreng lena, le ditafole tse pedi ka lehlakoreng lane, e le moo ho hlabelwang diphoofolo tsa nyehelo ya setjheso teng, tsa nyehelo ya sebe, le tsa nyehelo ya tefelo. Pela lerako le kantle la lethule la kgoro, haufi le mehato e kenang kgorong e ka leboya, ho ne ho ena le ditafole tse pedi, le ka lehlakoreng le ka nqane ho mehato ena ho ena le ditafole tse pedi. Kahoo ho ne ho ena le ditafole tse nne ka lehlakoreng le ka kwano ho kgoro, le tse nne ka ho lane; kaofela e le ditafole tse robedi, tseo ho neng ho hlabelwa diphoofolo tsa mahlabelo hodima tsona. Ho ne ho ena le ditafole tse nne tse hahilweng ka majwe a betlilweng, e le tseo ho lokisetswang nyehelo ya setjheso hodima tsona. Bolelele ba e nngwe le e nngwe e ne e le disenthimethara tse mashome a supileng a metso e mehlano, bophara le bona e le disenthimethara tse mashome a supileng a metso e mehlano, bophahamo bona e le disenthimethara tse mashome a mahlano. Hodima ditafole tsena ho ne ho beilwe tsohle tse sebediswang ha ho hlajwa diphoofolo tsa nyehelo ya setjheso le tsa mahlabelo a mang. Nama ya diphoofolo tsa nyehelo e ne e beilwe hodima ditafole, mme ho potapota ditafole tseo ho ne ho entswe mehaolwana e bophara ba dimilemethara tse mashome a supileng a metso e mehlano. Lebaleng le kahare, ho ne ho ena le dikamore tse pedi tsa dibini. E nngwe e ne e le pela kgoro e ka leboya, monyako wa yona o shebile borwa; e nngwe e le pela kgoro e ka borwa, monyako wa yona o shebile leboya. Yaba monna eo o re ho nna: “Kamore e shebileng borwa ke ya baprista ba sebeletsang ka Tempeleng, athe kamore e shebileng leboya yona ke ya baprista ba sebeletsang aletareng. Bona ke Balevi, ditloholo tsa Sadoke, bao e leng bona feela ba ka atamelang pela Morena ho mo sebeletsa.” Yaba monna eo o metha lebala. Mahlakore a lona a ne a lekana, lehlakore ka leng le etsa dimethara tse mashome a mahlano. Aletare e ne e le kapele ho Tempele. Yaba jwale o nkisa lethuleng la Tempele, o metha dikosene tsa monyako wa lethule. Kosene ka nngwe e ne e etsa dimethara tse pedi le halofo. Bophara ba monyako bo ne bo etsa dimethara tse supileng, mme lerako ka leng la wona le hohometse ka methara le halofo. Bolelele ba lethule e ne e le dimethara tse leshome, le hohomeletse hare ka dimethara tse tsheletseng. Ho ne ho nyolohelwa monyako ka mehato, ho ena le ditshiya tse pedi, e nngwe ka lehlakoreng lena, e nngwe ka lehlakoreng lane la monyako. Monna eo a nto nkisa ka Sehalalelong, a metha dikosene tsa monyako: Morumo wa marako ao kosene ka nngwe e haheletsweng ho wona, e ne e le dimethara tse tharo. Monyako wona o ne o etsa dimethara tse hlano ka bophara, mme marako a kathoko, ka lehlakoreng le leng le le leng la wona, a ne a etsa bophara ba dimethara tse pedi le halofo. Monna eo a metha le Sehalalelo: Bolelele ba sona e ne e le dimethara tse mashome a mabedi, bophara ba sona e le dimethara tse leshome. Yaba o kena ka Sehalalelong se halalelang ka ho fetisisa, o metha dikosene tsa monyako: Morumo wa marako ao kosene ka nngwe e haheletsweng ho wona, e ne e le methara. Monyako wona o ne o etsa dimethara tse tharo ka bophara, mme morumo wa marako a kathoko a monyako wona o etsa dimethara tse tharo le halofo. A metha Sehalalelo se kahare: Bolelele ba sona e ne e le dimethara tse leshome, le bophara e le dimethara tse leshome. Jwale a re ho nna: “Sena ke Sehalalelo se halalelang ka ho fetisisa.” Monna eo a metha lerako la Tempele: Morumo wa lona e ne e le dimethara tse tharo. Bophara ba kamore ka nngwe ya tse potapotileng Tempele e ne e le dimethara tse pedi. Dikamore tsona di ne di hahilwe ka disolloro, mme sollorong e nngwe le e nngwe ho ne ho ena le dikamore tse mashome a mararo. Ho ne ho ena le ditshehetso lerakong la Tempele, ho tshehetsa dikamore tse kathoko; feela ditshehetso di ne di sa hahellwa lerakong la Tempele. Dikamore tse kathoko, ho potoloha Tempele, di ne di le batsi sollorong e nngwe le e nngwe e kahodimo. Mohaho o potapotileng Tempele o ne o hahilwe ka disolloro, mme dikamore di ne di eba batsi ha di ntse di hlwella hodimo. Mehato e ne e tloha sollorong e katlasetlase, e hlwella ho e kahodimodimo ka ho phunyeletsa ho e mahareng. Ka bona Tempele e potapotilwe ke lebala le katilweng, leo morumo wa lona e neng e le dimethara tse pedi le halofo. Bophahamo ba lona e ne e le dimethara tse tharo, mme le fella moo motheo wa dikamore o neng o qala teng. Morumo wa lerako le kantle la dikamore tse kathoko e ne e le dimethara tse pedi le halofo. Bophara ba sebaka se feela, se pakeng tsa dikamore tse kathoko ho Tempele le dikamore tsa baprista, e ne e le dimethara tse leshome ho potoloha Tempele. Ho ne ho ena le menyako e kenang ka dikamoreng tse kathoko ho tloha sebakeng sena se feela: O mong o le ka leboya, o mong o le ka borwa. Bophara ba sebaka se feela e ne e le dimethara tse leshome ho potoloha. Bophara ba mohaho o shebaneng le lebala la Tempele ka lehlakoreng le ka bophirimela e ne e le dimethara tse mashome a mararo a metso e supileng le halofo. Morumo wa lerako la mohaho ona e ne e le dimethara tse pedi le halofo ho potoloha, mme bolelele ba lona e ne e le dimethara tse mashome a mane a metso e mehlano. Yaba o metha Tempele: Bolelele ba yona e ne e le dimethara tse mashome a mahlano. Bolelele ba lebala la Tempele, le mohaho wa yona, mmoho le marako a yona, e ne e le dimethara tse mashome a mahlano. Bophara ba lebala la Tempele ka botjhabela, mmoho le sefahleho sa Tempele, e ne e le dimethara tse mashome a mahlano. A metha bolelele ba mohaho o shebaneng le lebala le kamora Tempele, mmoho le mehohoma ya yona e ka lehlakoreng le leng le le leng: E ne e le dimethara tse mashome a mahlano. Sehalalelo, le Sehalalelo se halalelang ka ho fetisisa, le lethule le shebileng ka lebaleng, le mehohoma e di potolohang ka boraro ba tsona, dintho tsohle tse ka nqane, mmoho le menyako, di ne di manehilwe ka lehong. Le ne le manehilwe ho tloha fatshe ho ya maboteng le difesetereng. Hodima monyako o kenang ka Sehalalelong se kahare, le maboteng, bo potoloha kantle le kahare ho Sehalalelo, ho ne ho betlilwe ditshwantsho tsa dikerubime le tsa difate tsa dipalema. Setshwantsho ka seng sa sefate sa palema se ne se le pakeng tsa dikerubime, le kerubime ka nngwe e le pakeng tsa difate tsa dipalema. Kerubime e nngwe le e nngwe e ne e ena le difahleho tse pedi: Sefahleho sa motho se ne se shebane le sefate sa palema se ka lehlakoreng lena, mme sefahleho sa tau se shebane le sefate sa palema se ka lehlakoreng lane. Di ne di betlilwe ho potoloha Tempele. Ho tloha fatshe ho ya fihla hodima monyako, ditshwantsho tsa dikerubime le tsa difate tsa dipalema di ne di betlilwe leboteng la Sehalalelo. Dikosene tsa monyako wa Sehalalelo di ne di lekana ka bophahamo le ka bophara. Kapele ho Sehalalelo se halalelang ka ho fetisisa, ho ne ho ena le ho kang aletare ya lehong, e bophahamo ba methara e le nngwe, bolelele le bophara bo lekana. Dihuku tsa yona, le fatshe ho yona, le mahlakore a yona, tsohle e ne e le tsa lehong. Monna eo a re ho nna: “Ena ke tafole e kapele ho Morena.” Tempele e ne e ena le lemati le karolo di pedi, le Sehalalelo se halalelang ka ho fetisisa se ne se ena le lemati le karolo di pedi. Lemati le leng le le leng le ne le bulehela ka nqena le ka nqane. Hodima mamati a Sehalalelo ho ne ho betlilwe ditshwantsho tsa dikerubime le tsa difate tsa dipalema, tse tshwanang le tse betlilweng maboteng. Hodima monyako wa lethule ho ne ho tshekaladitswe lehong le letenya. Ka mahlakoreng a lethule ho ne ho ena le difesetere tse tshesanyane, le ditshwantsho tsa difate tsa dipalema tse betlilweng ka lehlakoreng le leng le le leng. Dikamore tse kamathoko le tsona di ne di ena le lehong le tshekaladitsweng. Yaba monna eo o nkisa lebaleng le kantle, ka nqa leboya, o mphihlisa dikamoreng tse tobaneng le lebala la Tempele le malebana le lerako le kantle, le ka leboya. Bolelele ba mohaho oo monyako wa wona o shebileng leboya, e ne e le dimethara tse mashome a mahlano, bophara bona e le dimethara tse mashome a mabedi a metso e mehlano. Kapele ho lebala le kantle, le etsang bophara ba dimethara tse leshome, le kapele ho tsela e katilweng ya lebala le kantle, ho ne ho ena le mehohoma e disollorong tse tharo. Kapele ho dikamore ho ne ho ena le tsela e phunyeletsang, bophara ba yona e le dimethara tse hlano, bolelele e le dimethara tse mashome a mahlano. Menyako ya dikamore tsena e ne e le ka leboya. Dikamore tse kahodimo di ne di qotetsane ho feta tse sollorong e hare le e katlase ho mohaho, hobane mehohoma e ne e jele sebaka se sengata. Dikamore tsa disolloro tsena tse tharo di ne di se na ditshiya tse kang tsa lebala le kantle. Kahoo dikamore tse kahodimodimo di ne di sesefetse ho feta tse sollorong e katlase le e mahareng. Kantle ho ne ho ena le lerako le bapileng le dikamore le lebala le kantle; bolelele ba lona e le dimethara tse mashome a mabedi a metso e mehlano. Bolelele ba dikamore tsa lebala le kantle e ne e le dimethara tse mashome a mabedi a metso e mehlano, athe bolelele ba tse tobaneng le Tempele bona e ne e le dimethara tse mashome a mahlano. Katlasa dikamore tsena ho ne ho ena le kgoro ka botjhabela, eo motho a kenang ka yona ha a etswa lebaleng le kantle. Ka borwa, ho sika le lerako la lebala le kantle, e leng le kapele ho Tempele, ho ne ho ena le dikamore tse nang le tsela e fetang kapele ho tsona. Dikamore tsena di ne di tshwana le tse ka leboya ka bolelele le ka bophara, le ka menyako e tswelang kantle, le ka ditekanyo. Katlasa dikamore tse ka borwa, ho ne ho ena le kgoro ka botjhabela, eo motho a kenang ka yona. Qalong ya tsela ena e sikileng le lerako, ho leba nqa botjhabela, ho ne ho ena le monyako oo motho a kenang dikamoreng ka wona. Yaba monna eo o re ho nna: “Dikamore tse ka leboya le tse ka borwa, tse shebileng ka lebaleng la Tempele, ke dikamore tse halalelang tsa baprista ba atamelang ho Morena; ke moo ba tla jela teng dinyehelo tse halalelang ka ho fetisisa. Ke hona moo ba tla boloka dinyehelo tse halalelang ka ho fetisisa teng, e leng dinyehelo tsa koro, le dinyehelo tse etswang ka baka la sebe, le dinyehelo tsa tefelo ya melato, hobane ke sebaka se halalelang. Hang hoba baprista ba kene ka sebakeng se halalelang, ba ke ke ba tswela lebaleng le kantle, ho fihlela ba hlobola diaparo tseo ba sebeletsang ba di apere, hobane di a halalela. Ba tla apara diaparo tse ding ba eso ka ba atamela dibaka tseo setjhaba se leng ho tsona.” Jwale ha a se a qetile ho metha Tempele kahare, a nkisa kantle ka kgoro e ka botjhabela, a metha setsha sa Tempele ho potoloha. A metha lehlakore le ka botjhabela ka leqala le methang, mme lehlakore lena le ne le etsa dimethara tse makgolo a mabedi le mashome a mahlano. A metha lehlakore le ka leboya; lona la etsa dimethara tse makgolo a mabedi le mashome a mahlano. A metha lehlakore le ka borwa; lona la etsa dimethara tse makgolo a mabedi le mashome a mahlano. Yaba jwale o ya lehlakoreng le ka bophirimela, o a le metha; lona la etsa dimethara tse makgolo a mabedi le mashome a mahlano. Setsha seo a se metha ka mahlakoreng a mane. Ho ne ho ena le lerako le se potolohang, leo bolelele ba lona e neng e le dimethara tse makgolo a mabedi le mashome a mahlano, bophara ba lona e le dimethara tse makgolo a mabedi le mashome a mahlano, e le le arolang sebaka se halalelang ho se sa halaleleng. Yaba monna eo o nkisa kgorong e shebileng botjhabela. Ka bona tlotla ya Modimo wa Iseraele e hlaha botjhabela. Lentswe la hae le ne le le jwaloka modumo wa metsi a hwasang, mme lefatshe le phatsima ke tlotla ya hae. Pono eo ke neng ke e bona e ne e ka eo ke neng ke e bone ha Morena a ne a tlilo ripitla motse; le teng e tshwana le dipono tseo ke neng ke di bone lebopong la noka ya Kebare. Yaba ke itihela fatshe ka sefahleho. Tlotla ya Morena ya kena ka Tempeleng ka kgoro e shebileng botjhabela. Jwale Moya wa mphahamisa, wa nkisa lebaleng le kahare, mme tlotla ya Morena ya tlala Tempele. Ha monna eo a ntse a eme pela ka, ka utlwa e mong a bua le nna a le ka Tempeleng. Enwa a re ho nna: “Wena ngwana motho, sebaka sena ke sa terone ya ka le sa bonamelo ba maoto a ka. Mona ke moo ke tla phela teng hara bana ba Iseraele kamehla. Baiseraele kapa dikgosi tsa bona ba ke ke ba hlola ba silafatsa lebitso la ka le halalelang, ba le silafatsa ka bootswa ba bona kapa ka ho epela ditopo tsa dikgosi tsa bona mabitleng a tsona. Mohla monyako wa bona o bang pela monyako wa ka, le dikosene tsa monyako wa bona di eba pela dikosene tsa monyako wa ka, ke arohantswe le bona ke lerako feela, ke mohla ba silafatsang lebitso la ka le halalelang, ba le silafatsa ka manyala ao ba a entseng. Kahoo ke ile ka ba timetsa ke halefile. Jwale a ba ke ba tlose bootswa ba bona le ditopo tsa dikgosi tsa bona pela ka, mme ke tla dula hara bona kamehla yohle. “Wena ngwana motho, hlalosetsa Baiseraele tsa Tempele ena, dibe tsa bona di tle di ba hlabise dihlong. Etsa hore ba lekanye moralo wa yona. Haeba ba hlajwa ke dihlong ka baka la tsohle tseo ba di entseng, o ba hlalosetse moralo wa Tempele, kamoo e hahilweng kateng: Menyako ya yona e tswelang kantle le e kenang kahare, le meralo ya yona yohle, le ditaelo tsa yona tsohle, le melao ya yona yohle. O ngole tsena tsohle moo ba ntseng ba bona, e le hore ba tle ba boloke ditaelo tsa yona tsohle, mme ba di phethe ka botshepehi. “Ona ke molao o amanang le Tempele: Sebaka sohle se e potapotileng, se kahodima thaba, ke sebaka se halalelang ka ho fetisisa. Ona ke wona molao o amanang le Tempele. “Tsena ke ditekanyo tsa aletare ka dimethara tseo ho methilweng Tempele ka tsona. Mosele o potapotileng aletare fatshe o ne o etsa botebo ba halofo ya methara le bophara ba halofo ya methara; bophara ba mohaolwana o potapotileng aletare bo ne bo etsa disenthimethara tse mashome a mabedi a metso e mehlano. Bona ke bophahamo ba aletare: Bophahamo ba karolo e katlasetlase ya aletare, ho tloha kahodimo ho ya fatshe, e ne e le methara feela. Karolo e nngwe e ne e suthile dintshing tsa aletare ka halofo ya methara ho potoloha, bophahamo e le dimethara tse pedi. Karolo e latelang ena le yona e ne e suthile dintshing tsa aletare ka halofo ya methara ho potoloha. Bophahamo ba karolwana e kahodimo, eo mahlabelo a neng a tjhesetswa hodima yona, le bona e ne e le dimethara tse pedi. Manaka a dihukung tse nne tsa aletare a ne a phahametse dikarolo tsohle tsa yona. Bolelele le bophahamo ba aletare kahodimo bo ne bo lekana, e le dimethara tse tsheletseng. Bolelele le bophara ba karolo e hare ya aletare le bona bo ne bo lekana, e le dimethara tse supileng, ho ena le mohaolwana o dintshing tsa aletare, bophahamo ba wona e le disenthimethara tse mashome a mabedi a metso e mehlano. Mehato e hlwellang aletareng e ne e le ka botjhabela.” Yaba monna eo o re ho nna: “Wena ngwana motho, Morena Modimo o bua tjena: Tsena ke ditaelo tse amanang le aletare, mohla ba e hahang ho etsetsa dinyehelo tsa setjheso hodima yona, le ho fafatsa madi hodima yona. O tla nyehela ka pohwana bakeng sa sebe, o e nee baprista, e leng Balevi, ditloholo tsa Sadoke, ba atamelang ho tla sebeletsa kapele ho nna, ho rialo Morena Modimo. O tla nka madi a yona, o tlotse manaka a mane a aletare, le dihuku tse nne tsa mohaolwana o kahodimo ho aletare, le ho potoloha dintshi tsa yona. O tla e hlwekisa ka mokgwa o jwalo, o etsetse tefelo ya sebe hodima yona. O tla nka le pohwana ya nyehelo ya sebe, o e tjhesetse sebakeng se kgethetsweng hona sa Tempele, se kantle ho Sehalalelo. “Ka letsatsi la bobedi o tla nyehela ka phooko e se nang sepha, e le nyehelo ya sebe, mme ba tla hlwekisa aletare jwalokaha ba e hlwekisitse ka pohwana. Ha o qetile ho e hlwekisa, o tla nyehela ka pohwana e se nang sepha, le ka pheleu e se nang sepha, e tswang mohlapeng wa hao. O tla nyehela ka tsona kapele ho Morena, baprista ba di fafatse ka letswai, ba di hlabe e le nyehelo ya setjheso ho Morena. “Ka letsatsi le leng le le leng la matsatsi a supileng, o tla nyehela ka phooko e le nyehelo ya sebe; hape ba tla nyehela ka pohwana le ka pheleu tse tswang mohlapeng, bobedi ba tsona e be tse se nang sepha. Ka matsatsi a supileng ba tla etsetsa aletare tefelo ya sebe, ba e hlwekise, mme ba tla e halaletsa ka mokgwa o jwalo. Qetellong ya matsatsi ana, ho tloha ka letsatsi la borobedi, baprista ba tla etsetsa dinyehelo tsa lona tsa setjheso le dinyehelo tsa lona tsa teboho hodima aletare, mme ke tla le amohela, ho rialo Morena Modimo.” Yaba monna eo o nkgutlisetsa kgorong e kantle ho Sehalalelo, e shebileng botjhabela. Kgoro eo e ne e kwetswe. Morena a re ho nna: “Kgoro ena e tla dula e kwetswe; e ke ke ya ba ya bulwa, mme ha ho motho ya tla kena ka yona. E tla dula e kwetswe, hobane Morena Modimo wa Iseraele o kena ka yona. Ke kgosana feela e tla dula kahare ho yona, e jele dijo tsa yona pontsheng ya Morena. E tla kena ka tsela ya lethule la kgoro, e be e tswe ka yona.” Jwale monna eo a nkisa kapele ho Tempele, ra ya ka tsela ya kgoro e ka leboya. Ka tadima, mme ka bona tlotla ya Morena e tlala ka Tempeleng ya Morena; yaba ke itihela fatshe ka sefahleho. Morena a re ho nna: “Wena ngwana motho, ela hloko, o tadimisise, mme o mamedisise tsohle tseo ke o bolellang tsona, e leng ditaelo tsohle tsa Tempele ya Morena, le melao yohle ya yona. Ela hloko hore na ke bo-mang ba dumeletsweng ho kena ka Tempeleng, le ka Sehalalelong, le ba sa dumellwang ho etsa jwalo. “Bolella bafetohedi, e leng ba ntlo ya Iseraele, o re: Morena Modimo o bua tjena: Lona ba ntlo ya Iseraele, manyala ana wohle a lona a sa lekane! Ka Sehalalelong sa ka le kentse baditjhaba ba sa bollang dipelong le nameng; le silafaditse Tempele ya ka ha le nnyehella ka dijo, ka mafura le ka madi, mme le sentse selekane sa ka ka baka la manyala a lona wohle. Bakeng sa hore lona le hlokomele dintho tsa ka tse halalelang, le kgethile basele ho sebeletsa ka Sehalalelong sa ka. “ Morena Modimo o bua tjena: Ho se be moditjhaba ya sa bollang pelong le nameng ya ka kenang ka Sehalalelong sa ka, esita leha e ka ba moditjhaba ofe kapa ofe ya phelang hara bana ba Iseraele. ” “ Ha e le Balevi ba ileng ba emella hole le nna ha Baiseraele ba kgeloha, ba kgeloswa ho nna ke ho latela medingwana ya bona ya bohata, ba tla otlelwa bokgopo boo ba bona. Empa ba tla nne ba sebeletse ka Sehalalelong sa ka, ba hlokomele dikgoro tsa Tempele, mme ba sebeletse ka ho yona. Ba tla hlaba diphoofolo tsa nyehelo ya setjheso le tsa mahlabelo a etsetswang setjhaba, mme ba eme kapele ho sona ba se sebeletse. Kaha ba ile ba sebeletsa setjhaba kapele ho medingwana ya sona ya bohata, mme ba dihela ba ntlo ya Iseraele bokgopong, kahoo ke hlapantse hore ke tla ba otlela bokgopo boo ba bona, ho rialo Morena Modimo. Ba ke ke ba atamela pela ka ho tla ntshebeletsa e le baprista, kapa ba atamela pela e nngwe feela ya dintho tsa ka tse halalelang, kapa tse halalelang ka ho fetisisa; ba tla jara dihlong tsa bona le manyala a bona ao ba a entseng. Empa ke tla ba etsa basebeletsi ba Tempele, ba etse mesebetsi yohle ya yona, ba etse le tsohle tse lokelang ho etswa ka ho yona. “ Ha e le baprista bao e leng Balevi, ditloholo tsa Sadoke, ba ileng ba sebeletsa ka Sehalalelong sa ka ha bana ba Iseraele ba mphuralla, ba tla atamela ho nna ho tla ntshebeletsa, mme ba eme kapele ho nna ho nyehela ka mahlabelo a mafura le a madi, ho rialo Morena Modimo. Bona ba tla kena ka Sehalalelong sa ka, ba atamele pela tafole ya ka ho ntshebeletsa le ho phetha tshebeletso ya ka. “ Ha ba kena ka dikgoro tsa lebala le kahare, ba tla apara diaparo tsa lene; ba ke ke ba apara seaparo sefe kapa sefe sa boya, ha ba ntse ba sebeletsa dikgorong tsa lebala le kahare, kapa kahara Tempele. Ba tla rwala dituku tsa lene dihloohong tsa bona, ba tene le marikgwe a lene. Ba ke ke ba apara eng kapa eng e ka ba fufuletsang. Ha ba tswela lebaleng le kantle, moo setjhaba se leng hona teng, ba tla hlobola diaparo tseo ba neng ba di apere ha ba sebeletsa, ba di siye ka dikamoreng tse halalelang, ba apare disele, e le hore ba se ke ba tlisetsa setjhaba bomadimabe ha se ka ama diaparo tseo tsa bona. “ Ba se ke ba beola dihlooho tsa bona, kapa ba hodisa moriri wa bona, ba mpe ba o fokotse feela. Ho se be moprista ya tla nwa veine ha a kena ka lebaleng le kahare. Ba se ke ba nyala bahlolohadi kapa basadi ba hladilweng, empa ba nyale barwetsana bao e leng ditloholo tsa bana ba Iseraele, kapa bahlolohadi ba baprista. “ Baprista ba tla ruta setjhaba sa ka phapano pakeng tsa ntho e halalelang le e sa halaleleng, mme ba etse hore ba kgetholle e sa hlwekang ho e hlwekileng. “ Nyeweng e nngwe le e nngwe baprista e tla ba bona baahlodi, mme ba tla diha nyewe ho ya ka melao ya ka. Ba tla boloka melao ya ka le ditaelo tsa ka diphuthehong tsohle, ba halaletse Disabatha tsa ka. “ Moprista a se ke a itshilafatsa ka ho atamela pela setopo, haese feela setopo sa ntatae, kapa sa mmae, kapa sa mora wa hae, kapa sa moradi wa hae, kapa sa ngwanabo, kapa sa kgaitsedie e sa nyalwang. Tsena a ka itshilafatsa ka tsona. Hoba a hlwekiswe, o tla ballwa matsatsi a supileng, mme mohla a kenang ka lebaleng le kahare la Sehalalelo ho ya sebeletsa, o tla iketsetsa nyehelo ya sebe, ho rialo Morena Modimo. “ Baprista ba se ke ba eba le lefa le leng; ke nna feela lefa la bona. Le se ke la ba nea leruo naheng ya Iseraele; ke nna feela leruo la bona. Ba tla ja nyehelo ya dijo, le mahlabelo, le nyehelo ya sebe, le nyehelo ya tefelo ya sebe, mme dintho tsohle tse kgethetsweng Morena naheng ya Iseraele, e tla ba tsa bona. Dilopotsiya tsohle le dinyehelo tsohle, le mefuta yohle ya dinyehelo, e tla ba tsa baprista. Le tla ba nea hlama ya lona ya pele, malapa a lona a tle a hlohonolofatswe. Baprista ba se ke ba eja letho le itjhweletseng ka bolona, kapa le harotsweng ke dibatana, ebang ke nonyana kapa phoofolo. “ Mohla le arolelanang naha ka lotho, le aba lefa, le kgethele Morena karolo e nngwe ya yona, e le sebaka se halalelang. Bolelele ba sona e be dikilomethara tse leshome le metso e mmedi le halofo, bophara ba sona e be dikilomethara tse leshome. Sebaka sena sohle e tla ba sebaka se halalelang. Mahlakore a setsha sa Sehalalelo a tla lekana, lehlakore ka leng e be dimethara tse makgolo a mabedi le mashome a mahlano; bophara ba sebaka se potapotileng setsha sena e be dimethara tse mashome a mabedi a metso e mehlano. Kahare ho sebaka se halalelang o tla siya karolo e bolelele ba dimethara tse leshome le metso e mmedi le halofo, e bophara ba dimethara tse hlano. Sehalalelo se halalelang ka ho fetisisa se be karolong ena. Karolo ena e halalelang ya naha e tla abelwa baprista, e leng basebeletsi ba Sehalalelo, ba atamelang kapele ho Morena ho mo sebeletsa. E tla ba setsha sa matlo a bona le setsha se halalelang sa Tempele. Karolo e nngwe e bolelele ba dikilomethara tse mashome a mabedi a metso e mehlano, le bophara ba dikilomethara tse hlano, e tla ba ya Balevi ba sebeletsang ka Tempeleng. Ke ya bona, ke moo ba tla haha metse ya bona teng. “ Haufi le setsha se halalelang, karolo e nngwe e bolelele ba dikilomethara tse leshome le metso e mmedi le halofo, le bophara ba dikilomethara tse pedi le halofo, e tla ba setsha sa motse, moo bana bohle ba Iseraele ba ka ahang teng. “ Kgosana e tla abelwa naha e ka mahlakoreng a mabedi a setsha sa Tempele le sa motse. Naha ena e tla namela bophirimela le botjhabela, e ikgohle ka bolelele ba e nngwe ya dinaha tse abetsweng merabe ya bana ba Iseraele. Lena e tla ba lefa la kgosana naheng ya Iseraele. Dikgosana tsa ka di ke ke tsa hlola di hatella setjhaba sa ka, mme naha e setseng di tla e arolela ba ntlo ya Iseraele ho ya ka merabe ya bona. “ Morena Modimo o re: Ho lekane lona mahosana a Iseraele! Fedisang dikgoka le kgatello, le etse se lokileng le se nepahetseng. Kgaotsang ho tlatlapa setjhaba sa ka, ho rialo Morena Modimo. “ Le be le sekala se nepahetseng, le seroto se nepahetseng, le moritshwana o nepahetseng. Seroto le moritshwana di lekane, e nngwe le e nngwe ya tsona e kene haleshome morifing oo ho lekanngwang ka wona. “ Digera tse mashome a mabedi ke dikeramo tse leshome le motso o mong; digera tse sekete le makgolo a mabedi ke mina e le nngwe. “ Nyehelo eo le tla e etsa ke ena: Seroto se le seng ho tse mashome a tsheletseng tsa koro le seroto se le seng ho tse mashome a tsheletseng tsa harese. Nyehelo ya ole e be lefiswana ho a lekgolo. Mohlapeng wa dinku tse makgolo a mabedi, o tswang makgulong a nonneng a naha ya Iseraele, le tla nyehela ka konyana e le nngwe. Ka tsena tsohle le tla etsa nyehelo ya dijo, nyehelo ya setjheso, nyehelo ya teboho, le nyehelo ya tefelo ya sebe, ho rialo Morena Modimo. “ Setjhaba sohle sa naha se tla etsetsa kgosana ya Iseraele nyehelo ena. Kgosana yona e tla etsa nyehelo ya setjheso, le nyehelo ya dijo, le nyehelo ya dino, mohla mokete, le ha kgwedi e thwasitse, le ka matsatsi a Disabatha, le meketeng yohle e halalelang ya ba ntlo ya Iseraele. Kgosana e tla lokisa nyehelo ya sebe, le nyehelo ya dijo, le nyehelo ya setjheso, le nyehelo ya teboho ho etsetsa ba ntlo ya Iseraele tefelo ya sebe. ” “ Morena Modimo o bua tjena: Ka letsatsi la pele la kgwedi ya pele, o tla nka pohwana e se nang sepha, o hlwekise Sehalalelo. Moprista o tla nka madi a phoofolo ya nyehelo e tlosang sebe, mme ka wona a tlotse dikosene tsa menyako ya Tempele, le manakana a mane a mohaolwana wa aletare, le dikosene tsa kgoro ya lebala le kahare. Ka letsatsi la bosupa la kgwedi, o tla etsa jwalo bakeng sa e mong le e mong ya entseng sebe ka baka la bofokodi kapa ka baka la ho se tsebe. Ka mokgwa o jwalo le tla etsetsa Tempele pheko. “ Ka letsatsi la leshome le metso e mene la kgwedi ya pele, le tla etsa mokete wa Paseka, mme ka matsatsi a supileng le je bohobe bo sa lomoswang. Ka lona letsatsi leo, kgosana e tla nka pohwana, e iketsetse nyehelo e tlosang sebe, e be e etsetse le setjhaba sohle sa naha. Ka letsatsi le leng le le leng la matsatsi a supileng a mokete, kgosana e tla etsetsa Morena nyehelo ya setjheso ka dipohwana tse supileng tse se nang sepha, le ka dipheleu tse supileng tse se nang sepha. Ka letsatsi le leng le le leng la matsatsi a supileng, e nke potsanyane, e etse nyehelo e tlosang sebe. Bakeng sa pohwana e nngwe le e nngwe le pheleu e nngwe le e nngwe, eo ho nyehelwang ka yona, kgosana e tla etsa nyehelo ya koro e boima ba dikilo tse leshome le metso e tsheletseng, le dilethara tse tharo tsa ole ya mohlwaare. “ Ho tloha ka letsatsi la leshome le metso e mehlano la kgwedi ya bosupa, ka matsatsi a supileng a mokete, kgosana e tla etsa nyehelo e tlosang sebe, le nyehelo ya setjheso, le nyehelo ya dijo, le nyehelo ya ole ya mohlwaare ka mokgwa o tshwanang. “ Morena Modimo o bua tjena: Kgoro ya lebala le kahare e tadimileng botjhabela e kwalwe ka matsatsi a tsheletseng a mosebetsi, empa ka letsatsi la Sabatha e tla bulwa, e be e bulwe le mohla kgwedi e thwasitseng. Kgosana e busang e tla kena ka lethule le kantle la kgoro eo, ebe e ema pela ditshiya tsa kgoro. Baprista ba tla e etsetsa nyehelo ya setjheso, le nyehelo ya teboho. Kgosana e tla kgumama lethuleng la kgoro, e nto tswa, empa kgoro ha e ka ke ya kwalwa ho fihlela mantsiboya. Ka mokgwa o jwalo, ka Disabatha le ha kgwedi e thwasitse, setjhaba se tla kgumamela Morena se le monyako wa kgoro. “ Ka letsatsi la Sabatha nyehelo ya setjheso eo kgosana e tla e etsetsa Morena, e tla ba dikonyana tse tsheletseng tse se nang sepha, le pheleu e se nang sepha. Bakeng sa pheleu ka nngwe eo ho nyehelwang ka yona, kgosana e tla etsa nyehelo ya dijo tse etsang boima ba dikilo tse leshome le metso e tsheletseng; bakeng sa konyana ka nngwe eo ho nyehelwang ka yona kgosana e tla etsa nyehelo ya dijo kamoo e ka ratang kateng, e be e etse le nyehelo ya dilethara tse tharo tsa ole ya mohlwaare bakeng sa nyehelo ka nngwe ya dijo. Mohla kgwedi e thwasitseng, kgosana e tla nyehela ka pohwana e se nang sepha, le ka dikonyana tse tsheletseng, tse se nang sepha, le ka pheleu e se nang sepha. Bakeng sa pohwana eo ho nyehelwang ka yona, kgosana e tla etsa nyehelo ya dijo tse etsang boima ba dikilo tse leshome le metso e tsheletseng, le bakeng sa pheleu eo ho nyehelwang ka yona e etse nyehelo e kaalo. Bakeng sa dikonyana tseo ho nyehelwang ka tsona e tla etsa nyehelo ya dijo kamoo e ka ratang kateng, e be e etse le nyehelo ya dilethara tse tharo tsa ole ya mohlwaare bakeng sa nyehelo ka nngwe ya dijo. Ha kgosana e kena, e tla kena ka lethule la kgoro, mme ha e etswa, e tswe ka lona lethule leo. “ Ha setjhaba se etla pela Morena, mohla mekete e halalelang, motho ya keneng ka kgoro e ka leboya ho tla kgumamela Morena, ha a etswa o tla tswa ka kgoro e ka borwa; ya keneng ka kgoro e ka borwa, ha a etswa o tla tswa ka kgoro e ka leboya. Ha ho motho ya tla tswa ka kgoro eo a keneng ka yona; e mong le e mong o tla tswa ka kgoro e tadimaneng le eo a keneng ka yona. Ha setjhaba se kena, kgosana le yona e tla kena, ha se etswa, le yona e tswe. “ Mohla mekete e halalelang le e kgethehileng, bakeng sa pohwana eo ho nyehelwang ka yona ho tla etswa le nyehelo ya dijo tse etsang boima ba dikilo tse leshome le metso e tsheletseng; le bakeng sa pheleu eo ho nyehelwang ka yona ho tla etswa nyehelo ya dijo tse etsang boima ba dikilo tse leshome le metso e tsheletseng. Empa bakeng sa nyehelo ya dikonyana ho tla etswa nyehelo ya dijo ho ya kamoo motho a ka ratang kateng, ho be ho etswe le nyehelo ya dilethara tse tharo tsa ole ya mohlwaare bakeng sa dijo tse etsang boima ba dikilo tse leshome le metso e tsheletseng. Ha kgosana e etsetsa Morena nyehelo ya boithaopo, e ka ba nyehelo ya setjheso kapa nyehelo ya teboho, kgosana e tla bulelwa kgoro e ka botjhabela, ebe e etsa nyehelo ya setjheso le nyehelo ya yona ya teboho jwalokaha e etsa ka letsatsi la Sabatha. Ha e qetile e tla tswa, ebe kgoro e a kwalwa. “ Ka letsatsi le leng le le leng, hoseng ho hong le ho hong, o tla nyehella Morena ka konyana e nang le selemo, e se nang sepha, e leng nyehelo ya setjheso. Hoseng ho hong le ho hong o tla etsa nyehelo ya dijo tse etsang boima ba dikeramo tse pedi, le ya lethara ya ole e tla duba phofo e thumisehileng ya nyehelo. Nyehelo ena ya dijo e etsetswang Morena, ke taelo ya kamehla yohle. Ka mokgwa o jwalo hoseng ho hong le ho hong ho tla etswa nyehelo ya konyana, le ya dijo, le ya ole, e le nyehelo ya setjheso ya kamehla yohle. “ Morena Modimo o bua tjena: Ha kgosana e efa e mong wa bara ba yona mpho e tswang lefeng la yona, mpho eo e tla ba lefa la mora eo wa yona le la ditloholo tsa hae. Empa haeba kgosana e efa e mong wa bahlanka ba yona mpho e tswang lefeng la yona, mpho eo e tla ba ya mohlanka eo ho fihlela mohla selemo sa tokoloho. Kamorao ho moo mpho eo e tla kgutlela ho kgosana, hobane lefa la yona le jewa ke bara ba yona feela. Kgosana ha e a lokela ho nka letho lefeng la setjhaba ka ho se hatella. E tla abela bara ba yona lefa leo e leng la yona, e le hore ho se be motho wa setjhaba sa ka ya ka falatswang. ” Jwale monna eo a nntsha ka monyako o lehlakoreng la kgoro, a nkisa dikamoreng tse halalelang, tse tadimileng leboya, e leng tsa baprista, mme a mpontsha sebaka se ka bophirimela. Yaba o re ho nna: “Sebaka sena ke seo ho sona baprista ba tla phehela nyehelo ya tefelo ya sebe, le nyehelo e tlosang molato. Ke moo ba tla phehela le nyehelo ya dijo teng, e le hore ba se ke ba di ntshetsa lebaleng le kantle, esere ba halaletsa setjhaba.” A nkisa lebaleng le kantle, a mpotisa le dihuku tse nne tsa lona, mme hukung e nngwe le e nngwe ka bona lebala. Dihukung tse nne tsa lebala ka leng ho ne ho ena le mabala a mang a manyenyane. Lebala ka leng le ne le etsa bolelele ba dimethara tse mashome a mabedi, le bophara ba dimethara tse leshome le metso e mehlano, mme bone ba wona a ne a lekana. Lebala le leng le le leng la mabala ana a mane le ne le potapotilwe ke lerako la majwe, le nang le maifo a haheletsweng ho lona. Monna eo a re ho nna: “Ena ke mekgoro eo ba sebeletsang ka Tempeleng ba tla phehela mahlabelo a setjheso a setjhaba ka ho yona.” Yaba monna eo o nkgutlisetsa monyako wa Tempele, mme ka bona metsi a phalla, a etswa katlase ho monyako wa Tempele, a phallela botjhabela, kaha Tempele e ne e tadimile botjhabela. Metsi a ne a phalla a etswa katlasa lehlakore le ka borwa ho monyako wa Tempele, ka borwa ho aletare. Jwale a nntsha ka kgoro e ka leboya, a mpotisa kantle ho ya fihla kgorong e kantle, e tadimileng botjhabela, mme metsi a ne a phalla, a etswa ka lehlakoreng le ka borwa. Monna eo a leba botjhabela, ka letsohong la hae a tshwere kgwele e methang. Yaba o metha dimethara tse makgolo a mahlano, a nto ntshedisa metsing a neng a fihla maqaqailaneng. A boela a metha dimethara tse makgolo a mahlano, a ntshedisa metsing a neng a se a fihla mangweleng. A metha hape dimethara tse makgolo a mahlano, a ntshedisa metsing a neng a se a fihla thekeng. A boela a metha dimethara tse makgolo a mahlano. Jwale e ne e se e le noka eo motho a ke keng a e tshela, hobane metsi a ne a se a kokomohile, a le mangata hoo motho a ka sesang kahara wona, e se e le noka eo motho a ke keng a e tshela. Yaba o re ho nna: “Wena ngwana motho, na tsee o a di bona?” Jwale a nkgutlisetsa lebopong la noka. Ha ke fihla lebopong moo, ka bona difate tse ngata, tse metseng mabopong a noka. Yaba o re ho nna: “Metsi ana a phallela botjhabela, a theohele kgohlong ya Jorodane, a yo kena Lewatleng la Letswai. Hoba a kene lewatle, a hlapolla letswai, ebe metsi a lewatle a a hlweka. “Hohle moo noka a phallelang teng ho tla phela dibopuwa ka mefuta yohle ya tsona. Ho tla ba le boiyane ba ditlhapi, hobane metsi ao a phallelang lewatle a hlapolla letswai, ebe metsi a lewatle a a hlweka. Kahoo hohle moo metsi a phallelang teng, dibopuwa tsohle di tla phela. Batshwasi ba ditlhapi ba tla ema lebopong la lewatle ho tloha Ene-Gedi ho ya fihla Ene-Egelaime. Ho tla ba le moo ba anehang matlowa teng. Ditlhapi tsa teng e tla ba tsa mefuta yohle, tse tshwanang le tsa Lewatle le Leholo. Empa metsi a mekgwabo le a mehlaka a ke ke a hlapoloha, a tla nne a be letswai. Difate tsa mefuta yohle tsa ditholwana di tla mela mabopong a noka. Mahlaku a tsona a ke ke a pona, di tla beha ditholwana kamehla. Di tla beha ka kgwedi e nngwe le e nngwe, hobane di nwesetswa ke metsi a tswang Sehalalelong. Ditholwana tsa tsona di tla jewa, mahlaku a tsona a phekole.” Morena Modimo o bua tjena: “Ena ke meedi eo ka yona le tla arolela merabe e leshome le metso e mmedi ya Iseraele naha, hore e be lefa. Josefa yena o tla abelwa dikarolo tse pedi. Le e arolelane ka ho lekana. Naha ena e tla ba lefa la lona, hobane ke ne ke hlapanyetse baholoholo ba lona hore ke tla ba nea yona. “Meedi ya naha e tla ba tjena: Ka leboya moedi o tla tloha Lewatleng le Leholo, o ikgohle ka tsela e yang Hetelone, o fete le lekgalong la Hamate, o yo fihla Sedade; o tlohe Berota le Siberaime, pakeng tsa Damaseka le Hamate, o yo fihla Hasere-Hatekone, e moeding wa Haurane. Kahoo moedi o tla tloha lewatle o yo fihla Hasere-Enane, moeding o ka leboya ho Damaseka le Hamate. Ona e tla ba wona moedi o ka leboya. “Ka botjhabela moedi o tla tloha pakeng tsa Haurane le Damaseka, o ikgohle ka Jorodane, pakeng tsa Gileade le naha ya Iseraele, o yo fihla lewatleng le ka botjhabela, o fihle le Tamare. Ona e tla ba wona moedi o ka botjhabela. “Ka borwa moedi o tla tloha Tamare o yo fihla metsing a Meriba-Kadeshe, o ikgohle ka naha ya Egepeta, o yo fihla Lewatleng le Leholo. Ona e tla ba wona moedi o ka borwa. “Ka bophirimela Lewatle le Leholo e tla ba lona moedi ho ya fihla lekgalong la Hamate. Ona e tla ba wona moedi o ka bophirimela. “Le tla arolelana naha ena jwalo, ho ya ka merabe ya Iseraele. Le e arolelane e le lefa la lona, le la baditjhaba ba ahileng hara lona, bao bana ba bona ba tswaletsweng naheng ena. Le ba tadime e le matswallwa a naha ya Iseraele, mme le ba abele lefa mmoho le ba merabe ya Iseraele. Le abele moditjhaba lefa morabeng ofe kapa ofe oo a ahileng hara wona,” ho rialo Morena Modimo. “Ana ke mabitso a merabe. Moedi wa naha ya Dane o tla tloha ka leboya, o ye lebopong la lewatle, ka tsela e lebang Hetelone, ha motho a eya Hamate le Hasere-Enane, o yo fihla moeding o ka leboya wa Damaseka, lekgalong la Hamate. Ho tloha botjhabela ho ya bophirimela Dane o tla abelwa karolo e le nngwe ya naha. “Naha eo ya Dane e tla sehelana moedi le ya Ashere; naha ya Ashere e sehelane moedi le ya Nafthali; naha ya Nafthali e sehelane moedi le ya Manase; naha ya Manase e sehelane moedi le ya Efraime; naha ya Efraime e sehelane moedi le ya Rubene; naha ya Rubene e sehelane moedi le ya Juda. “Ho tloha botjhabela ho ya bophirimela, naha e sehelaneng moedi le ya Juda ke naha eo le tla e kgethela Morena. Bolelele ba yona ho tloha botjhabela ho ya bophirimela bo tla lekana le bophara ba yona ho tloha leboya ho ya borwa, e be dikilomethara tse leshome le metso e mmedi le halofo jwaloka dikarolo tsa naha tse abetsweng merabe. Sehalalelo se tla ba bohareng ba yona. “Bolelele ba karolo e tla abelwa Morena e tla ba dikilomethara tse leshome le metso e mmedi le halofo, bophara ba yona e be dikilomethara tse leshome. Karolo ya sebaka sena se halalelang e tla ba naha ya baprista. Bolelele ba yona, ho tloha botjhabela ho ya bophirimela e tla ba dikilomethara tse leshome le metso e mmedi le halofo; ka borwa bophara ba yona, ho tloha leboya ho ya borwa, e be dikilomethara tse hlano. Sehalalelo sa Morena se tla ba bohareng ba yona. Sebaka sena e tla ba sa baprista ba tlotsitsweng, bao e leng ditloholo tsa Sadoke, ba ileng ba boloka taelo ya ka, ba sa kang ba kgeloha ha bana ba Iseraele ba kgeloha, jwalokaha Balevi ba ile ba kgeloha. Naha ena eo ba tla e newa, ho bona e tla ba mpho e halalelang haholo, mme e tla sehelana moedi le naha ya Balevi. “Balevi le bona ba tla ba le naha e ikgohlileng ka ya baprista. Bolelele ba yona e tla ba dikilomethara tse leshome le metso e mmedi, bophara e be dikilomethara tse hlano. Naha ena ke e ntlehadi, mme ha ba a lokela ho e rekisa, kapa ho e ananya, kapa ho e nea motho e mong, hobane ke naha e halalelang ya Morena. “Karolo e setseng, e etsang bolelele ba dikilomethara tse leshome le metso e mmedi le halofo, le bophara ba dikilomethara tse pedi le halofo, yona hase e halalelang, mme ke e tla sebediswa ke setjhaba ho haha metse, matlo a bodulo le ho etsa makgulo. Motse o tla ba bohareng ba karolo ena. Ditekanyo tsa motse e tla ba tsena: Bolelele ba wona bo tla lekana le bophara ba wona, e be dimethara tse dikete tse pedi le makgolo a mabedi le mashome a mahlano. Makgulo a potapotileng motse a tla lekana ka bolelele le ka bophara, e be dimethara tse lekgolo le mashome a mabedi a metso e mehlano. Sebaka se setseng, se sehelanang moedi le karolo e halalelang, seo ka botjhabela se tla etsa dikilomethara tse hlano, le ka bophirimela se etse dikilomethara tse hlano, e tla ba masimo, mme tse kotulwang ho sona e be tsa baahi ba motse. Basebeletsi ba motse e tla ba ba merabe yohle ya Iseraele. “Ditekanyo tsa sebaka se bohareng ba karolo e kgethehileng di tla lekana, bolelele le bophara ba sona e be dikilomethara tse leshome le metso e mmedi le halofo, ho se ho balellwa le sebaka seo motse o hahilweng ho sona. “Sebaka se setseng ka mahlakoreng a mabedi a karolo e kgethehileng, le se setseng kathoko ho setsha sa motse, se tla abelwa kgosana. Ho tloha sebakeng se kgethehileng, sebaka seo se tla namela moeding o ka botjhabela, se be se namele le moeding o ka bophirimela. Dibaka tsena tse pedi, tse ikgohlileng ka meedi ya naha e abetsweng merabe, e tla ba tsa kgosana, mme sebaka se kgethehileng, se nang le Tempele, se tla ba bohareng ba dibaka tsena tse ding. Karolo ya naha e abetsweng Balevi le e abetsweng motse e tla ba bohareng ba karolo ya naha ya kgosana. Karolo ya kgosana e tla ba pakeng tsa moedi wa Juda le moedi wa Benjamine. “Merabeng e meng e setseng, Benjamine o tla ba le karolo e le nngwe ya naha, ho tloha botjhabela ho ya bophirimela. “Naha ya Benjamine e tla sehelana moedi le ya Simeone. Naha ya Simeone e sehelane moedi le naha ya Isakare. Naha ya Isakare e sehelane moedi le ya Sebulone. Naha ya Sebulone e sehelane moedi le ya Gade. “Moedi o ka borwa wa naha ya Gade o tla leba borwa ho tloha Tamare, ho ya fihla sedibeng sa Meriba-Kadeshe, o ikgohle ka naha ya Egepeta, ho ya fihla Lewatleng le Leholo. “Naha ena ke yona eo le tla e arolela merabe ya Iseraele, hore e be lefa la yona, mme tsena e tla ba tsona dibaka tsa merabe eo,” ho rialo Morena. “Tsena e tla ba dikgoro tse tswang ka motseng, lerakong le ka leboya, le bolelele ba dimethara tse dikete tse pedi le makgolo a mabedi le mashome a mahlano. Dikgoro tsena di tla reellwa merabe ya Iseraele. Tse tharo, tse ka leboya, di tla bitswa Kgoro ya Rubene, le Kgoro ya Juda, le Kgoro ya Levi. “Lerakong le ka botjhabela, le bolelele ba dimethara tse dikete tse pedi le makgolo a mabedi le mashome a mahlano, ho tla ba le dikgoro tse tharo: Kgoro ya Josefa, le Kgoro ya Benjamine, le Kgoro ya Dane. “Lerakong le ka borwa, le bolelele ba dimethara tse dikete tse pedi le makgolo a mabedi le mashome a mahlano, ho tla ba le dikgoro tse tharo: Kgoro ya Simeone, le Kgoro ya Isakare, le Kgoro ya Sebulone. “Lerakong le ka bophirimela, le bolelele ba dimethara tse dikete tse pedi le makgolo a mabedi le mashome a mahlano, ho tla ba le dikgoro tse tharo: Kgoro ya Gade, le Kgoro ya Ashere, le Kgoro ya Nafthali. “Bolelele ba lerako leo, ho potoloha motse, e tla ba dimethara tse dikete tse robong. “Ho tloha mohlang oo, lebitso la motse e tla ba: MORENA O TENG MONA.” Ka selemo sa boraro sa puso ya Jehoyakime, kgosi ya Juda, Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, a futuhela Jerusalema, a e etsetsa thibella. Morena a neelana ka Jehoyakime, kgosi ya Juda, matsohong a Nebukadenesare; a ba a neelana le ka thepa e nngwe ya Tempele ya Modimo. Thepa eo Nebukadenesare o ile a e isa naheng ya Babilona, a e bea ka tempeleng ya modimo wa hae, ka tlung ya polokelo ya matlotlo a modimo wa hae. Kgosi ya laela Ashepenase, mookamedi wa bahlanka ba kgosi, ho kgetha banna ba bang hara bana ba Iseraele, ba madi a bokgosi le a bohosana. A re e be bahlankana ba se nang sepha, ba ditjaka, ba rutilweng bohlale bohle, ba nang le tsebo, ba dikelello di tjhatsi, ba ka tsebang ho sebetsa ka tlung ya kgosi. E be ba ka rutwang puo le dingodilweng tsohle tsa Bakalatiya. Kgosi ya lalela hore ka letsatsi le leng le le leng ba fuwe dijo tse jewang ke yona, le veine e nowang ke yona. Ba ne ba lokela ho rutwa ka dilemo tse tharo, ba nto qala ho sebeletsa kgosi. Hara bona ho ne ho ena le banna ba morabe wa Juda, e leng Daniele le Hananiya, le Mishaele le Asariya. Mookamedi wa bahlanka ba kgosi a ba rea mabitso asele, a re Daniele ke Beleteshasare, Hananiya ke Shaderaka, Mishaele ke Meshake, Asariya ke Abedenego. Daniele a qetela ka pelong hore a ke ke a itshilafatsa ka dijo tse jewang ke kgosi, leha e le ka veine e nowang ke yona kgosi. Ka baka leo, a kopa mookamedi wa bahlanka ba kgosi hore a mo dumelle ho se itshilafatse ka dijo le ka dino tseo. Jwale Modimo a etsa hore mookamedi wa bahlanka ba kgosi a hauhele Daniele, a mo utlwele bohloko. Mookamedi wa bahlanka ba kgosi a re ho Daniele: “Ke tshaba monga ka, kgosi, ya laetseng hore le fuwe seo le se jang le seo le se nwang. Ha a ka bona difahleho tsa lona di motetse ho feta tsa bahlankana ba bang, thaka tsa lona, a ka mpolaya ka baka la lona.” Yaba Daniele o bua le molebedi eo mookamedi wa bahlanka ba kgosi, a neng a mmeile ho lebela Daniele le Hananiya, le Mishaele le Asariya, o re: “Ako leke bahlanka ba hao ka matsatsi a leshome feela, re feptjwe meroho feela, re nwe metsi feela. Kamora moo o bapise difahleho tsa rona le tsa bahlankana ba jang dijo tse jewang ke kgosi, o nto etsa ka bahlanka ba hao kamoo o bonang kateng.” Molebedi a amohela tlhahiso ena ya bona, mme ka matsatsi a leshome a ba fepa jwalo. Kamora matsatsi a leshome ba ne ba tadimeha ba kgahleha, ba shahlile ho feta bahlankana bohle ba neng ba feptjwa dijo tse jewang ke kgosi. Yaba molebedi o tlosa dijo tsa bona tse hlabosang, le veine eo ba neng ba tshwanela ho e nwa, o ba fepa meroho feela. Bahlankana bao ba bane Modimo a ba fa tsebo le kutlwisiso ya mefuta yohle ya dingodilweng le ya bohlale. Ha e le Daniele yena a ba le tsebo ya ho hlalosa dipono le ditoro tsohle. Ha nako e neng e beilwe ke kgosi e fetile, mookamedi wa bahlanka ba kgosi a ba bea kapele ho Nebukadenesare. Kgosi ya buisana le bona, mme hara bona kaofela ha e a ka ya fumana le ya mong ya lekanang le Daniele le Hananiya, le Mishaele le Asariya. Ka baka leo, ba qala ho sebeletsa kgosi. Ditabeng tsohle tsa bohlale le kutlwisiso, tseo kgosi e neng e ba botsa tsona, e ile ya fumana hore ba feta haleshome dinohe tsohle le balepi ba dinaledi ba teng kahara mmuso wohle wa yona. Daniele a dula moo ho fihlela ka selemo sa pele sa puso ya kgosi Siruse. Ka selemo sa bobedi sa puso ya hae, Nebukadenesare a lora toro e ileng ya mo tshwenya moyeng, bosiu a hlobaele. Yaba kgosi e laela hore e bitsetswe dinohe, le balepi ba dinaledi, le baloi, le Bakalatiya, hore ba tlo e hlalosetsa toro eo e e lorileng. Ba fela ba tla, ba fihla ba ema kapele ho kgosi. Kgosi ya re ho bona: “Ke lorile toro, mme moya wa ka o hlorela ho tseba seo e se bolelang.” Bakalatiya ba araba kgosi ka Searame, ba re: “A kgosi e ke e re phelele! Phetela bahlanka ba hao toro ena, mme re tla e hlalosa.” Kgosi ya araba Bakalatiya, ya re: “Morero wa ka o tiileng ke ona: Haeba le ke ke la mpolella toro ena ya ka, la ba la ntlhalosetsa yona, ke tla le tsekolla, matlo a lona a fetolwe masupi. Empa ha le ka mpolella toro ena, la ba la ntlhalosetsa yona, teng ke tla le nea dimpho le meputso le tlotla e kgolo. Ka baka leo, mpolelleng toro ena, le be le ntlhalosetse yona.” Bakalatiya ba araba hape, ba re: “Kgosi a e ke e bolelle bahlanka ba yona toro ena, mme re tla e hlalosa.” Kgosi ya araba, ya re: “Ho pepenene ho nna hore le rata ho ipha nako, hobane le tseba morero wa ka o tiileng. Haeba le sa mpolelle toro ena, ke tla le ahlola ka kahlolo e tshwanang. Le rerile ho nthetsa ka leshano le ka bolotsana, le tshepile hore ha nako e ntse e feta boemo ba ditaba bo tla fetoha. Ka baka lena, mpolelleng toro ena, ke tle ke tsebe hore le ka ntlhalosetsa yona.” Bakalatiya ba araba kgosi, ba re: “Ha ho motho le ya mong mona lefatsheng ya ka bolellang kgosi seo e ratang ho se tseba! Ka baka leo, ha ho kgosi, leha e ka ba e kgolo kapa e matla, e kileng ya botsa senohe, kapa molepi wa dinaledi, kapa Mokalatiya ofe le ofe dintho tse tjena. Seo kgosi e se batlang se thata haholo, mme ha ho motho ya ka se bolellang kgosi, haese medimo feela, e sa pheleng le batho.” Ka baka leo, kgalefo ya kgosi ya tlokoma, mme kgosi ya laela hore bahlalefi bohle ba Babilona ba bolawe. Yaba ho phatlalatswa taelo ya hore bahlalefi ba bolawe, mme batho ba ya batla Daniele le metswalle ya hae hore ba tlo bolawa. Yaba Daniele o araba ka bohlale le ka kelello, o bua le Arioke, molaodi wa balebedi ba kgosi, ya neng a tswile ho ya bolaya bahlalefi ba Babilona. A re ho Arioke, molaodi wa balebedi ba kgosi: “Ke ka baka lang ha kgosi e entse taelo e sehloho hakanakana?” Arioke a hlalosetsa Daniele. Yaba Daniele o kena kamoo kgosi e leng kateng, o kopa hore e mo fe nako, a tle a tsebe ho hlalosetsa kgosi toro ena. Jwale Daniele a kgutlela lapeng ha hae, mme taba ena a e tsebisa metswalle ya hae bo-Hananiya le Mishaele le Asariya. A re ba rapele Modimo ya lehodimong hore a ba hauhele, a ba hlalosetse sephiri sena, e le hore yena, le metswalle ya hae, le bahlalefi ba Babilona, ba tle ba se ke ba bolawa. Hona bosiung boo Daniele a senolelwa sephiri sena ka pono. Yaba Daniele o rorisa Modimo ya lehodimong. Daniele a bua, a re: “Ho bokwe lebitso la Modimo, le bokwe kamehla, hobane bohlale ke ba hae, le matla ke a hae. Dinako le mehla di fetolwa ke yena, o diha dikgosi a ba di hlomamise; bahlalefi ba hlalefiswa ke yena, ba nang le kutlwisiso a ba abele tsebo. Diphiri di senolwa ke yena, tse mafifing le tsona o a di tseba, leaho la lesedi le fumanwa ho yena. Wena Modimo wa baholoholo ba heso, ke a o leboha, ke bile ke a o tlotla, wena ya nneileng bohlale le matla, wa ntshenolela seo re se kopileng ho wena, wa re senolela seo kgosi e se batlang.” Yaba Daniele o ya ho Arioke, eo kgosi e neng e mo laetse ho bolaya bahlalefi ba Babilona, o re: “O se ke wa bolaya bahlalefi ba Babilona. Nkise kapele ho kgosi, mme ke tla e hlalosetsa toro eo ya yona.” Arioke a isa Daniele kapele ho kgosi hanghang, a re: “Ke fumane e mong hara Bajuda ba thopilweng, ya tla hlalosetsa kgosi toro ya yona.” Kgosi ya botsa Daniele ya neng a bitswa Beleteshasare, ya re: “Na o ka mpolella toro eo ke e lorileng, wa ba wa e hlalosa?” Daniele a araba kgosi e ntse e utlwa, a re: “Sephiri seo kgosi e ratang ho se tseba se ke ke sa hlaloswa ke bahlalefi, balepi ba dinaledi, baloi kapa dinohe. Empa ho na le Modimo lehodimong ya senolang diphiri. Ke yena ya tsebisang kgosi Nebukadenesare tse tlang ho etsahala mehleng e tlang. Toro ya hao le dipono tseo o di boneng ha o ntse o robetse diphateng tsa hao, ke tsena: “Wena kgosi, ha o ntse o robetse diphateng tsa hao, o ile wa nahana tse tlang ho etsahala hamorao, mme ya senolang diphiri a o tsebisa tse tlang ho etsahala. Ha e le nna ke senoletswe sephiri sena, e seng hobane ke le bohlale ho feta batho ba bang ba phelang, empa e le hore wena kgosi, o tle o tsebe tlhaloso ya toro ena, o utlwisise le tseo o nnileng wa di nahana. “Wena kgosi, eitse ha o sheba, wa bona setshwantsho sa setonanahadi. Setshwantshohadi sena se neng se eme kapele ho wena se ne se phatsima ka mokgwa o fahlang, sebopeho sa sona se tshabeha. Hlooho ya setshwantsho sena e ne e le ya kgauta e hlwekisitsweng, sefuba sa sona le matsoho a sona e le tsa silefera, mpa le dirope tsa sona e le tsa lethose. Meomo ya sona e ne e le ya tshepe, maoto a sona a entswe ka tshepe le ka letsopa. Ha o ntse o se shebile jwalo, lejwe le ile la kgephoha, empa le sa kgepholwe ke motho, la otla maoto a setshwantsho a entsweng ka tshepe le ka letsopa, la a thuakanya. Yaba tshepe, le letsopa, le lethose, le silefera, le kgauta, le tsona di a thuakana, di tshwana le mmoko o seotlong ha ho polwa e le hlabula. Moya wa di fefola, tsa nyamella ruri. Lejwe le ileng la thuakanya setshwantsho la fetoha thabahadi e ileng ya bonahala lefatsheng lohle. “Ena ke yona toro; jwale re tla e hlalosetsa kgosi. Wena kgosi, o kgosi ya dikgosi, hobane Modimo ya lehodimong o o neile mmuso le bolaodi le matla le tlotla. O o neile matla a ho busa batho bohle moo ba phelang teng, le dibatana tsa naha, le dinonyana tse fofang; o o entse mmusi wa tsena kaofela. Hlooho ena ya kgauta ke wena. “Mmuso wa hao o tla hlahlangwa ke mmuso o mong, o fokolang ho feta ona wa hao, ho nto tla wa boraro, e leng wa lethose, o tla busa lefatshe lohle. Mmuso wa bone o tla ba matla jwaloka tshepe. Kaha tshepe e thuakanya, e silakanye dintho tsohle, le wona o tla thuakanya, o silakanye jwalokaha tshepe e thuakanya dintho tsohle. Jwalokaha o bone ho entswe maoto le menwana ka letsopa le ka tshepe, le mmuso oo o tla arohana jwalo; o tla nne o be le matla a kang a tshepe, jwalokaha o bone tshepe e kopantswe le letsopa le bonolo. Jwalokaha menwana ya maoto e ne e entswe ka tshepe le ka letsopa, le mmuso oo o tla ba le matla, o be o be le bofokodi. Jwalokaha o bone tshepe e kopantswe le letsopa le bonolo, dikgosi le tsona di tla leka ho ikopanya ka ho nyallana, empa di ke ke tsa kopana, jwalokaha tshepe e ke ke ya kopana le letsopa. “Mehleng ya dikgosi tseo, Modimo ya lehodimong o tla thea mmuso o ke keng wa hlola o fediswa, o ke keng wa hlolwa ke ditjhaba tse ding. Mmuso oo o tla thuakanya, o timetse mebuso e meng yohle, empa wona o tla hlola kamehla yohle. Jwalokaha o bone hore lejwe le ile la kgephoha thabeng, le sa kgepholwe ke motho, mme la thuakanya tshepe, le lethose, le letsopa, le silefera, le kgauta, Modimo e moholo le yena o tsebisa kgosi se tla etsahala mehleng e tlang. Toro ena ke nnete, le tlhaloso ya yona ke ya nnete.” Yaba kgosi Nebukadenesare o itihela fatshe ka sefahleho, o kgumamela Daniele, o laela hore a etsetswe nyehelo, a tjhesetswe le mokubetso o monko o monate. Kgosi ya re ho Daniele: “Kannete Modimo wa lona ke Modimo wa medimo, ke Morena wa dikgosi, ke mosenodi wa diphiri, hobane ke mona o tsebile ho senola sephiri sena.” Kgosi ya bea Daniele ditulong tse phahameng, ya mo etsetsa le dimpho tse ngata, tse kgolo, ya mo etsa mmusi wa naha yohle ya Babilona, le mookamedi wa bahlalefi bohle ba Babilona. Ho ya ka kopo ya Daniele, kgosi ya bea bo-Shaderaka le Meshake le Abedenego hore e be batsamaisi ba puso ya naha ya Babilona, Daniele yena ya eba monna wa lekgotla la kgosi. Kgosi Nebukadenesare a etsa setshwantsho sa kgauta: Bophahamo ba sona e le dimethara tse mashome a mabedi a metso e supileng, botenya ba sona e le dimethara tse tharo; a se emisa phuleng ya Dura, naheng ya Babilona. Jwale kgosi Nebukadenesare a mema mahosana, le babusisi le balaodi, le baeletsi, le bo-ramatlotlo, le baahlodi, le mapolesa, le babusi bohle ba dinaha, hore ba be teng ha ho kgakolwa setshwantsho seo kgosi Nebukadenesare a neng a se emisitse. Yaba mahosana, le babusisi, le balaodi le Baeletsi, le bo-ramatlotlo, le baahlodi, le mapolesa, le babusi bohle ba dinaha, ba phutheha bohle ho tla kgakola setshwantsho seo kgosi Nebukadenesare a neng a se emisitse. Ba fihla ba ema kapele ho setshwantsho seo Nebukadenesare a neng a se emisetse. Yaba sebohodi se howeletsa haholo, se re: “Lona batho ba ditjhaba tsohle, le ba merabe yohle, le ba dipuo tsohle, taelo ke ena: Hang ha le utlwa ho letswa lenaka, le lekodilo, le harepa, le lekoope, le seletsa se kgwele di leshome, le diphala, le mmino wa mefuta yohle, le itihele fatshe, le kgumamele setshwantsho sa kgauta, seo kgosi Nebukadenesare a se emisitseng. Mang le mang ya sa tlo itihela fatshe, a kgumamele setshwantsho, hanghang o tla akgelwa kahara sebopi se tukang malakabe.” Ka baka leo eitse hanghang ha ho utlwahala ho lla ha lenaka, le ha lekodilo, le ha harepa, le ha lekoope, le ha seletsa se dikgwele di leshome, le mmino wa mefuta yohle, batho ba ditjhaba tsohle, le ba merabe yohle, le ba dipuo tsohle, ba itihela fatshe, ba kgumamela setshwantsho sa kgauta seo kgosi Nebukadenesare a neng a se emisitse. Ka yona nako eo, Bakalatiya ba bang ba fihla ba qosa Bajuda. Ba bua ho kgosi Nebukadenesare, ba re: “Oho, wena kgosi, ako re phelele kamehla yohle! Wena kgosi, o entse taelo ya hore motho ka mong ha a utlwa ho lla ha lenaka, le ha lekodilo, le ha harepa, le ha lekoope, le ha seletsa se kgwele di leshome, le ha diphala, le mmino wa mefuta yohle, a itihele fatshe, a kgumamele setshwantsho sa kgauta. Mang le mang ya sa tlo itihela fatshe ho se kgumamela, o tla akgelwa kahara sebopi se tukang malakabe. Ho na le Bajuda ba bang, bao o ba beileng hore e be batsamaisi ba puso ya naha ya Babilona, e leng bo-Shaderaka le Meshake le Abedenego; banna bana, kgosi, ha ba o natse. Ha ba sebeletse medimo ya hao, leha e le ho kgumamela setshwantsho sa kgauta seo o se emisitseng.” Jwale kgalefo ya Nebukadenesare ya tlokoma, mme a laela hore a bitsetswe bo-Shaderaka le Meshake le Abedenego. Yaba banna ba tliswa kapele ho kgosi. Nebukadenesare a ba botsa, a re: “Na ke nnete hore lona Shaderaka le Meshake le Abedenego ha le sebeletse medimo ya ka, leha e le ho kgumamela setshwantsho sa kgauta seo ke se emisitseng? Jwale, haeba le itokiseditse hore ha le utlwa ho lla ha lenaka, le ha lekodilo, le ha harepa, le ha lekoope, le ha seletsa se kgwele di leshome, le ha diphala, le mmino wa mefuta yohle, le tla itihela fatshe, le kgumamele setshwantsho seo ke se entseng, e tla ba ho lokile. Empa haeba le sa se kgumamele, le tla akgelwa hanghang kahara sebopi se tukang malakabe. Ebe modimo eo ya ka le namolelang matsohong a ka ke mang?” Bo-Shaderaka le Meshake le Abedenego ba araba kgosi, ba re: “Wena Nebukadenesare, ha ho hlokahale hore re ikarabelle tabeng ena. Haeba ho ka ba jwalo, Modimo wa rona eo re mo sebeletsang, o na le matla a ho re pholosa seboping se tukang malakabe, mme o tla re namolela matsohong a hao, wena kgosi. Empa haeba ho ke ke ha eba jwalo, ako tsebe, wena kgosi, hore re ke ke ra sebeletsa medimo ya hao, kapa ra kgumamela setshwantsho sa kgauta seo o se emisitseng.” Jwale kgalefo ya Nebukadenesare ya tlokoma, a sosobanyetsa bo-Shaderaka le Meshake le Abedenego sefahleho. A laela hore sebopi sa mollo se beswe hasupa ho feta mehla. A ba a laela le bahlabani ba hae ba diqhenqhahadi hore ba tlame bo-Shaderaka le Meshake le Abedenego, ba ba akgele kahara sebopi se tukang malakabe. Yaba banna bana ba tlangwa ba ntse ba apere diaparo tsa bona, ba tenne marikgwe, ba rwetse dituku, ba apere le diaparo tse ding, mme ba akgelwa kahara sebopi se tukang malakabe. Ka baka la hobane kgosi e ne e entse taelo e thata ya hore sebopi se beswe ho feta tekanyo, malakabe a mollo a ile a bolaya banna ba neng ba kakasitse bo-Shaderaka le Meshake le Abedenego. Banna bana ba bararo, e leng bo-Shaderaka le Meshake le Abedenego, ba ile ba wela ka seboping se tukang malakabe ba ntse ba tlanngwe sekolokoto. Yaba kgosi Nebukadenesare o raoha fatshe, a maketse; a botsa baeletsi ba hae, a re: “Na ha re a ka ra akgela banna ba bararo kahara mollo, ba tlanngwe sekolokoto?” Baeletsi ba araba, ba re: “Ke nnete ho jwalo, kgosi ya rona!” Kgosi ya re: “Bonang! Ke bona banna ba bane ba tlamolotsweng, ba ntseng ba itsamaela hara mollo, empa ba sa tjhe. Sebopeho sa monna wa bone se tshwana le sa modimo!” Yaba Nebukadenesare o atamela pela monyako wa sebopi se tukang malakabe, o a howeletsa, o re: “Shaderaka! Meshake! Abedenego! Lona bahlanka ba Modimo ya hodimodimo, tswang le tle kwano!” Yaba bo-Shaderaka le Meshake le Abedenego ba tswa kahara mollo. Mahosana le babusisi le balaodi le baeletsi ba kgosi ba ba bokanela, mme ba bona hore mollo ha o a ba etsa letho mmeleng, leha e le ho tlabola qoba ya moriri wa bona. Diaparo tsa bona di ne di sa tjha, le monko wa ho tjheswa ke mollo o sa utlwahale. Yaba Nebukadenesare o a bua, o re: “Ho bokwe Modimo wa bo-Shaderaka le Meshake le Abedenego, ya ileng a roma lengeloi la hae ho tla pholosa bahlanka ba hae ba mo tshepileng. Ba ile ba nyedisa taelo ya kgosi, ba tela bophelo ba bona, hore ba se ke ba sebeletsa kapa ba kgumamela modimo e mong osele, haese Modimo wa bona feela. “Ka baka leo, ke laela hore batho ba ditjhaba tsohle, le ba merabe yohle, le ba dipuo tsohle, ba ka nyefolang Modimo wa bo-Shaderaka le Meshake le Abedenego ba tsekollwe, matlo a bona a fetolwe masupi, hobane ha ho modimo e mong ya ka pholosang ka mokgwa ona.” Yaba kgosi e bea bo-Shaderaka le Meshake le Abedenego ditulong tse phahameng naheng ya Babilona. Kgosi Nebukadenesare a romela molaetsa ho batho ba ditjhaba tsohle, le ba merabe yohle, le ba dipuo tsohle ba ahileng lefatsheng lohle, a re: “Kgotso e ke e le atele! “Ke bone ho le molemo hore ke le tsebise dipontsho le dimakatso tseo Modimo ya hodimodimo a nketseditseng tsona. “Dipontsho tsa hae ke tse kgolo hakaakang! Dimakatso tsa hae di hlolla hakaakang! Mmuso wa hae ke wa mehla le mehla, puso ya hae e akaretsa meloko yohle! “Nna Nebukadenesare, ke ne ke le ha ka, ke phomotse, ke le ka tlung ya ka ya bokgosi, ke iketlile. Yaba ke lora toro e ileng ya ntshosa. Ha ke robetse diphateng tsa ka ke ne ke tshwenngwa haholo ke menahano ya ka le ke dipono tseo ke neng ke di bona. Ka baka leo, ka etsa taelo e reng ke bitsetswe bahlalefi bohle ba Babilona hore ba tlo ntlhalosetsa toro ena. Yaba ho tla dinohe, le balepi ba dinaledi, le Bakalatiya, le badupi, mme ka ba phetela toro ena; feela ba sitwa ho ntlhalosetsa yona. Qetellong Daniele o ile a tla ho nna. Lebitso la hae ke Beleteshasare, hobane o reeletswe modimo wa ka, o bile o na le moya wa medimo e halalelang ka ho yena. Ke ile ka mo phetela toro ya ka, ka re: “Wena Beleteshasare, mookamedi wa dinohe, ke tseba hore moya wa medimo e halalelang o ka ho wena, mme ha ho sephiri se ka o sitang. Toro ya ka ke ena; ako ntlhalosetse yona. “Ha ke ntse ke robetse diphateng tsa ka ke ile ka bona dipono tsena: Ka tadima, mme ka bona sefate se metse bohareng ba lefatshe, se le selelele haholo. Sefate sena sa nna sa hola, sa matlafala, sa ya fihla marung, sa bonahala dipheletsong tsohle tsa lefatshe. Mahlaku a sona a ne a kgahleha, se behile haholo, mme ditholwana tsa sona di lekane ho jewa ke bohle. Dibatana tsa naha di ne di itshireletsa moriting wa sona, le dinonyana tse fofang di hahetse makaleng a sona, le dibopuwa tsohle di phela ka sona. “Ha ke ntse ke robetse diphateng tsa ka, ke ile ka bona leqosa le halalelang le theoha lehodimong. La howeletsa, la re: “ Remang sefate, makala a sona le a kgethule, mahlaku le a hlohlore, tholwana le di hasanye; batana di balehe moriting wa sona, nonyana di falle makaleng a sona. Kutu le metso ya yona le di siye mobung, ka mahlaahlela a tshepe, le ka mahlaahlela a lethose, le e tlamelle jwanng bo botalana. Motho enwa a lalwe ke phoka ya lehodimo, a je jwang ba naha a le hara dibatana. Pelo ya hae ya botho e fetohe, e fetohe e be ya phoofolo, lemo tse supileng di fete a le jwalo. “ Qeto ena e phatlaladitswe, ya phatlalatswa ke maqosa, kahlolo ya etswa ke ba halalelang, e le hore batho bohle ba tle ba tsebe: Ya Hodimodimo o laola mmuso wa batho, o o nea ofe le ofe ya ratwang ke yena, kapa a hlomamise mofo setulong sa kgosi. “Ena ke toro eo nna kgosi Nebukadenesare, ke ileng ka e lora. Jwale wena Beleteshasare, ntlhalosetse yona, hobane bahlalefi bohle ba mmuso wa ka ba hlotswe ho ntlhalosetsa yona. Empa wena o ka etsa jwalo, hobane moya wa medimo e halalelang o teng ka ho wena.” Daniele, ya neng a bitswa Beleteshasare, a qeta nakwana a tsielehile haholo, a tshwenyehile. Kgosi ya re ho yena: “Beleteshasare, o se ke wa tshwenngwa ke toro ena, kapa ke tlhaloso ya yona.” Beleteshasare a araba, a re: “Morena ka, eka toro ena e ka be e tobile ba o hloileng, le tlhaloso ya yona e tobile dira tsa hao! O bone sefate se ntse se hola, se matlafala, se bile se fihla marung, se bonahala lefatsheng lohle. Mahlaku a sona a ne a kgahleha, se behile haholo, mme ditholwana tsa sona di lekane ho jewa ke bohle; dibatana tsa naha di ema moriting wa sona, le dinonyana tse fofang di hahetse makaleng a sona. “Oho, kgosi, sefate seo ke wena! O ile wa hola, wa matlafala. Boholo ba hao bo hodile hoo bo fihlang marung, le puso ya hao e fihla dipheletsong tsa lefatshe. Kgosi e ile ya bona leqosa le halalelang le theoha lehodimong, le re: Remang sefate, le se fedise, empa le siye kutu le metso ya sona mobung, kutu eo le e tlamelle jwanng bo botalana ka mahlaahlela a tshepe le a lethose. Motho enwa a lalwe ke phoka ya lehodimo, a phele le dibatana tsa naha, ho fihlela ho feta dilemo tse supileng. “Oho, wena kgosi ya ka, tlhaloso ya toro ke ena, mme ke taelo eo Ya Hodimodimo a e etseditseng morena ka, kgosi. O tla lelekwa hara batho, o yo phela le dibatana tsa naha; o tla ja jwang jwaloka dikgomo, o lalwe ke phoka ya lehodimo. Dilemo tse supileng di tla feta ho fihlela o tseba hore Ya Hodimodimo ke yena ya laolang mmuso wa batho, mme o o nea ofe le ofe eo a mo ratang. Jwalokaha ho laetswe hore kutu ya sefate e siuwe le metso ya yona, o tla buseletswa mmuso wa hao ho tloha mohla o tsebang hore Lehodimo ke lona le busang. Ka baka leo, wena kgosi, ako amohele keletso ya ka, o furalle dibe tsa hao ka ho etsa ho lokileng, le bokgopo ba hao ka ho hauhela mafutsana; mohlomong o ka phela halelele ka boiketlo.” Tsena tsohle di ile tsa hlahela kgosi Nebukadenesare. Hoba dikgwedi tse leshome le metso e mmedi di fete, ha Nebukadenesare a ntse a tsamaya hodima ntlo ya bokgosi ya Babilona, a bua, a re: “Na ee hase yona Babilona e kgolo, eo ke e hahileng ka matla a ka a maholo, e le ntlo ya bokgosi le tlotla ya botlotlehi ba ka?” Yare kgosi e eso qete ho rialo, lentswe la tswa lehodimong, la re: “Wena kgosi Nebukadenesare, polelo ena e tobile wena: O amohilwe mmuso wa hao. O tla lelekwa hara batho, o yo phela le dibatana tsa naha. O tla ja jwang le dikgomo. Dilemo tse supileng di tla feta ho fihlela o tseba hore Ya Hodimodimo ke yena ya laolang mmuso wa batho, mme o o nea ofe le ofe eo a mo ratang.” Ka yona nako eo, se neng se boleletswe Nebukadenesare sa phethahala, a lelekwa hara batho, a ja jwang jwaloka dikgomo, mmele wa hae wa lalwa ke phoka ya lehodimo, ho fihlela mohwete wa hae o hola jwaloka masiba a ntsu, le manala a hae a eba jwaloka dinala tsa nonyana. “Ha nako e badilweng e se e fetile, nna Nebukadenesare, ke ile ka lelaletsa mahlo a ka lehodimong, kelello ya ka ya botho ya kgutla, yaba ke roka Ya Hodimodimo, ke a mo rorisa, ke tlotlisa yena ya phelang kamehla yohle: “Puso ya hae e hlola kamehla yohle, mmuso wa hae o akaretsa meloko yohle! Baahi bohle ba lefatshe hase letho; o etsa thato ya hae ka mabotho a lehodimo, le ho baahi ba lefatshe o etsa jwalo. Ha ho ya ka thibelang tsoho la hae, kapa a re ho yena: O etsang jwale?>*** “Ka yona nako eo, kelello ya ka ya botho ya kgutla, mme boitlhompho ba ka le bokgabane ba ka ba boela ho nna hore puso ya ka e boele e tlotlehe. Baeletsi ba ka le mahosana a ka a mpatla, ka busetswa tulong sa ka sa bokgosi, mme ka tlotleha le ho feta pele. “Jwale nna Nebukadenesare, ke rorisa Kgosi ya Lehodimo, ke a e phafa, ke a e tlotlisa, hobane mesebetsi yohle ya yona e nepahetse, le ditsela tsa yona di lokile, mme ba ikgohomosang e a ba kokobetsa.” Kgosi Beleshasare a etsetsa mahosana a hae a sekete mokete wa dijo, a nwa veine moo batho bao ba sekete ba leng teng. Ha Beleshasare a ntsa enwa veine, a laela hore dinwelo tsa kgauta le tsa silefera, tseo ntatae Nebukadenesare, a neng a di nke ka Tempeleng e neng e le Jerusalema, di tliswe, e le hore kgosi le mahosana a yona, le basadi ba yona, le basadi ba yona ba mafielo, ba tle ba nwele ho tsona. Yaba ba tlisa dinwelo tsa kgauta, tse neng di nkilwe ka Tempeleng ya Modimo e neng e le Jerusalema, mme kgosi le mahosana a yona, le basadi ba yona, le basadi ba yona ba mafielo, ba nwela ho tsona. Ba nwa veine, ba rorisa medimo ya kgauta, le ya silefera, le ya lethose, le ya tshepe, le ya lehong, le ya lejwe. Ka yona nako eo, ha hlaha menwana ya letsoho la motho, ya ngola leboteng le ditsweng la ntlo ya bokgosi, malebana le sedulwana sa lebone, mme kgosi ya bona seatla sa letsoho le ntseng le ngola. Kgosi ya pudufallwa, ya tshwenyeha haholo maikutlong; letheka la yona la kgwehla, le mangwele a yona a otlana. Kgosi ya howeletsa hore ho bitswe balepi ba dinaledi, le Bakalaitya, le badupi. Ya bua le dinohe tsa Babilona, ya re: “Mang kapa mang ya ka balang mongolo ona, mme a ntlhalosetsa seo o se bolelang, o tla apeswa diaparo tse perese, a rweswe sekgama sa kgauta molaleng, e be mmusi wa boraro pusong ena ya ka.” Yaba bahlalefi bohle ba kgosi ba a kena, empa ba hlolwa ho bala mongolo, kapa ho hlalosetsa kgosi seo o se bolelang. Jwale kgosi Beleshasare a tshwenyeha haholo, a pudufallwa, mme mahosana a hae a tsieleha. Mofumahadi ha a utlwa lerata la kgosi le la mahosana a yona, a kena ka tlung ya mokete wa dijo, a re: “Oho, kgosi ya ka, ako re phelele! O se ke wa ferekana! O se ke wa pudufallwa! Mmusong ona wa hao, monna o teng ya nang le moya wa medimo e halalelang ka ho yena. Mehleng ya ntatao, monna enwa o ile a ipaka hore o na le kelello e tjhatsi, le kutlwisiso, le bohlale bo kang ba medimo. Kgosi Nebukadenesare, ntatao, o ile a mo etsa mookamedi wa dinohe le balepi ba dinaledi, le Bakalatiya, le badupi. Daniele yena enwa, eo kgosi e ileng ya mo rea lebitso la Beleteshasare, o ile a ipaka hore o na le moya o motle, le tsebo, le kutlwisiso ya ho hlalosa ditoro, le ho hlalosa dilotho, le ho araba dipotso tse thata. Ere Daniele a bitswe, mme o tla o hlalosetsa hore na hona ho bolelang.” Daniele a tliswa kapele ho kgosi, mme kgosi ya bua ho yena, ya re: “Na ke wena Daniele, e mong wa bathopuwa ba Bajuda bao ntate, eo e neng e le kgosi, a neng a ba tlise kwano, ba etswa naheng ya Juda? Ke utlwile ho thwe moya wa medimo o teng ka ho wena, le hore o na le kelello e tjhatsi, le kutlwisiso, le bohlale bo hlollang. Bahlalefi le balepi ba dinaledi ba ile ba tliswa kapele ho nna hore ba bale mongolo ona, mme ba ntlhalosetse seo o se bolelang, empa ba ile ba sitwa ho ntlhalosetsa. Ke utlwile hore o tseba ho etsa ditlhaloso, le ho araba dipotso tse thata. Jwale, haeba o ka bala mongolo ona, wa ba wa ntlhalosetsa seo o se bolelang, o tla apeswa diaparo tse perese, o rweswe sekgama sa kgauta molaleng, mme o be mmusi wa boraro pusong ena ya ka.” Yaba Daniele o bua sefahlamahlo ho kgosi, o re: “Ipolokele dimpho tseo tsa hao, le meputso ya hao o e nee e mong osele. Leha ho le jwalo, ke tla balla kgosi mongolo ona, mme ke e hlalosetse seo o se bolelang. “Oho, wena kgosi, Modimo ya hodimodimo o ne a nee ntatao Nebukadenesare, mmuso le botlotlehi le tlotla le hlompho. Ka baka la botlotlehi boo a neng a mo nee bona, batho ba ditjhaba tsohle, le ba merabe yohle, le ba dipuo tsohle, ba ile ba thothomela kapele ho yena, ba mo tshaba. Kgosi e ne e bolaya bao e ratang ho ba bolaya; bao e ratang ho ba hauhela e ba hauhela; bao e ratang ho ba phahamisa e ba phahamisa; bao e ratang ho ba kokobetsa e ba kokobetsa. Empa eitse ha pelo ya yona e qala ho ikgohomosa, e thatafatswa ke boikakaso ba yona, kgosi e ile ya theolwa teroneng ya bokgosi, ya hlobodiswa tlotla ya yona. E ile ya lelekwa hara batho, mme pelo ya yona ya tshwana le ya dibatana; ya phela le ditonki tsa naha, ya eja jwang jwaloka dikgomo, mmele wa yona wa lalwa ke phoka ya lehodimo, ho fihlela e tseba hore Modimo ya hodimodimo ke yena ya laolang mmuso wa batho, mme o o nea ofe le ofe eo a mo ratang. “Le wena Beleshasare, mora wa hae, ha o a ka wa ikokobetsa, le hoja o tsebile tsena tsohle. O ikgohomoseditse Morena ya lehodimong. Ba o tliseditse dinwelo tse tswang ka Tempeleng ya hae, mme wena le mahosana a hao, le basadi ba hao, le basadi ba hao ba mafielo, le nweletse veine ka ho tsona. O ile wa rorisa medimo ya silefera, le ya kgauta, le ya lethose, le ya tshepe, le ya lehong, le ya lejwe, e sa boneng, e sa utlweng, e sa tsebeng letho. Empa ha o a ka wa tlotlisa Modimo eo bophelo ba hao le metsamao yohle ya hao e leng ka letsohong la hae. Letsoho lena le ngotseng mongolo ona le tswa ho yena. “Mantswe a ngotsweng ke ana: MENE MENE TEKELE PARESINE. “Tlhaloso ya mantswe ana ke ena: MENE ke ho re: Modimo o badile matsatsi a mmuso wa hao, mme o o fedisitse. TEKELE ke ho re: O beilwe sekaleng, mme o fumanwe o le bobebe. PARESINE ke ho re: Mmuso wa hao o arotswe, o neilwe Bamede le Maperesiya.” Yaba Beleshasare o laela hore Daniele a apeswe diaparo tse perese, a rweswe sekgama sa kgauta molaleng, mme ho phatlalatswe hore e tla ba mmusi wa boraro pusong ya hae. Hona bosiung boo, Beleshasare, kgosi ya Bakalatiya, a bolawa, mme Dariuse wa Momede ya eba kgosi, a le dilemo tse mashome a tsheletseng a metso e mmedi. Dariuse a rera ho kgetha mahosana a lekgolo le mashome a mabedi ho okamela mmuso wa hae. Kahodimo ho mahosana ana a bea baokamedi ba bararo, mme Daniele e ne e le e mong wa bona. Mahosana a ne a ikarabella ho bona, e le hore kgosi e se ke ya senyehelwa ke letho. Daniele a ikgetha hara baokamedi le mahosana, hobane moya wa bohlale o ne o le ka ho yena. Kahoo kgosi ya rera ho mo etsa mookamedi wa puso yohle. Yaba baokamedi le mahosana ba batla leqheka leo ba ka qosang Daniele ka lona, malebana le kamoo a busang kateng, empa ba sitwa ho fumana leqheka kapa wona molato. Kaha a ne a tshepahala, ha ba a ka ba fumana phoso kapa molato ho yena. Banna bana ba re: “Re ke ke ra fumana lebaka leo re ka qosang Daniele ka lona, haese haeba e le taba e amanang le molao wa Modimo wa hae.” Yaba baokamedi le mahosana ana ba phuthehela ho kgosi, ba bua le yona, ba re: “Wena kgosi Dariuse, ako re phelele! Baokamedi bohle ba puso, le babusisi, le mahosana, le baeletsi, le balaodi, ba dumellane kaofela hore kgosi e etse molao, e be e laele ka thata hore ka matsatsi a mashome a mararo a tlang, mang kapa mang ya tla etsa thapedi ho modimo osele kapa ho motho e mong, haese ho wena feela, kgosi, a akgelwe ka mokoting o moholo wa ditau. Jwale, wena kgosi, etsa taelo eo, e be e ngolwe, e le hore e tle e se ke ya fetoha, jwaloka melao ya Bamede le Maperesiya e ke keng ya fetolwa.” Yaba kgosi Dariuse o re taelo eo e ngolwe. Hoba Daniele a utlwe hore taelo e jwalo e entswe, a ya lapeng ha hae. Difesetere tsa kamore ya hae e kahodimo di ne di bulehile, di shebile nqa Jerusalema. A kgumama fatshe hararo ka letsatsi, a rapela, a leboha Modimo wa hae, jwalokaha a ne a nnile a etsa pele ho moo. Banna bao ba phutheha, mme ba fumana Daniele a ntse a rapela, a etsa thapedi ho Modimo wa hae. Ba ya ho kgosi, ba bua le yona ka taelo eo e entseng, ba re: “Na ha o a ka wa etsa taelo e reng ka matsatsi a mashome a mararo a tlang, mang kapa mang ya rapelang modimo osele kapa motho e mong, haese wena feela, kgosi, motho eo o tla akgelwa ka mokoting o moholo wa ditau?” Kgosi ya ba araba, ya re: “Ke nnete, ho jwalo, ho ya ka molao wa Bamede le Maperesiya o ke keng wa fetolwa.” Yaba ba re ho kgosi: “Daniele, e mong wa bathopuwa ba tswang naheng ya Juda, ha a re letho ka wena, kgosi, leha e le ho natsa taelo eo o e entseng; o ntse a rapela Modimo wa hae hararo ka letsatsi.” Ha kgosi e utlwa taba ena ya hlabeha haholo, mme ya nahana kamoo e ka pholosang Daniele kateng; letsatsi la ba la dikela e ntse e nahana kamoo e ka mo pholosang kateng. Jwale banna bao ba phuthehela ho kgosi, ba fihla ba re ho yona: “O a tseba, wena kgosi, hore molao wa Bamede le Maperesiya o re ha ho taelo kapa molao o entsweng ke kgosi o ka fetolwang.” Yaba kgosi e laela hore ba tlise Daniele, mme ba mo akgela ka mokoting o moholo wa ditau. Jwale kgosi ya re ho Daniele: “Modimo wa hao, eo o mo sebeletsang ka botshepehi, o tla o pholosa!” Ba phikolosetsa lejwe monyako wa mokoti o moholo, ba o kwala, mme kgosi ya tiisa lejwe ka lesale la yona la tiiso, le ka masale a tiiso a mahosana a yona, e le hore morero o entsweng ka Daniele o tle o se ke wa fetolwa. Kgosi ya ikgutlella tlung ya yona ya bokgosi, ya qeta bosiu e sa je letho, ho se le diletsa tseo e di letsetswang, mme ya hlobaela. Kgosi ya tsoha ka madungwadungwana, ya potlakela mokoting o moholo wa ditau. Ha e fihla mokoting o moholo wa ditau ya howeletsa Daniele e tshwenyehile, ya re: “Daniele wee! mohlanka wa Modimo ya phelang, na Modimo wa hao eo o mo sebeletsang ka botshepehi o o pholositse ditaung?” Yaba Daniele o re ho kgosi: “Wena kgosi, ako re phelele! Modimo wa ka o ile a romela lengeloi la hae hore le thibe melomo ya ditau, di se ke tsa nketsa letho, hobane o fumane ke se na molato, mme le wena kgosi, ha ke eso o etsetse bobe ba letho.” Kgosi ya thaba haholo, mme ya laela hore Daniele a ntshwe ka mokoting o moholo wa ditau. Yaba Daniele wa ntshwa, mme a fumanwa a se na le mongwaponyana feela, hobane o ne a tshepa Modimo wa hae. Kgosi ya laela hore ho tliswe banna ba ileng ba qosa Daniele, mme banna bao, le bana ba bona, le basadi ba bona ba akgelwa ka mokoting o moholo wa ditau. Hang feela ba eso ka ba re qi! fatshe, kahara ditau, ditau tseo tsa ba qhautsa, tsa ba robokela kaofela ha bona. Yaba kgosi Dariuse o ngolla ba ditjhaba tsohle, le ba merabe yohle, le ba dipuo tsohle, ba lefatsheng lohle, o re: “Kgotso e ke e le atele! “Ke etsa taelo ya hore dinaheng tsohle tse pusong ya ka, batho ba tshabe, mme ba hlomphe Modimo wa Daniele. “Ke Modimo ya phelang, ya phelang kamehla yohle, mmuso wa hae o ke ke wa timetswa, matla a hae a ke ke a fediswa. O a pholosa o bile o a lopolla, o etsa mehlolo le dimakatso, a di etse lehodimong, a di etse le lefatsheng; o namoletse Daniele, a mo namolela tleneng tsa ditau!” Daniele a atleha haholo pusong ya Dariuse le ya Siruse wa Peresiya. Ka selemo sa pele sa puso ya Beleshasare, kgosi ya Babilona, Daniele o ile a lora toro, mme a bona dipono ka kelellong ya hae, ha a ntse a robetse diphateng tsa hae. Yaba o ngola toro ena, o pheta ditaba tsa yona. Daniele a bua, a re: “Bosiu, ponong ya ka, ke ile ka bona sefefo se matla, se tswang diqoleng tse nne tsa lefatshe, se tuduanya lewatle le leholo. Yaba dibatana tse nne, tse kgolo, tse sa tshwaneng, di bitoha hara lewatle. “Sebatana sa pele se ne se tshwana le tau, empa se ena le mapheo a kang a ntsu. Ka se tadima ho fihlela ha se kgaolwa mapheo, sa phahamisetswa hodimo, se emiswa ka maoto jwaloka motho, se bile se newa kelello e kang ya motho. “Ka bona sebatana sa bobedi, se tshwanang le bere, se eme ka maoto a morao. Se ne se lomme mahopo a mararo ka meno a sona. Yaba ho thwe ho sona: Ema, o harele nama e ngata! “Ha ke ntse ke tadimile ka bona sebatana se seng, se tshwanang le lengau, se neng se ena le mapheo a mane, a kang a nonyana, mokokotlong wa sona. Sebatana sena se ne se ena le dihlooho tse nne, mme sona sa newa matla a ho busa. “Kamora tsena, diponong tsa ka tsa bosiu, ka boela ka bona sebatana sa bone, se tshabehang, se tshosang, se matla ka ho fetisisa. Se ne se ena le meno a maholo, a tshepe. Sa harola, sa tsekolla, mme ho setseng sa ho hatakela ka maoto a sona. Se ne se sa tshwane le dibatana tse ding tseo ke neng ke ile ka di bona pele, se bile se ena le manaka a leshome. “Ha ke ntse ke tadimile manaka ana, ka bona lenakana le leng le runya pakeng tsa a mang, mme le runyola a mararo a pele. Lenakana lena le ne le ena le mahlo a kang a motho, le molomo o buang ka boikakaso. “Ha ke ntse ke tadimile: Ka bona diterone di bewa madulong, Moholo wa Matsatsi a dula hodima ya hae. Aparo tsa hae di ne di le tshweu sa lehlwa, moriri wa hae o re bja! jwaloka boya, terone ya hae e ne tuka malakabe, mabidi a yona a ka mollo o tukang. Mollo tswang ho yena o no phalla sa noka, ketekete tsa batho di mo sebeletsa, boiyane bo sa balweng bo eme kapele ho yena. Lekgotla la Moahlodi la bulwa, dibuka le tsona tsa phetlwa. “Yaba ke ntse ke tadimile ka baka la dipolelo tsa boikakaso tse buuwang ke lenakana lane. Ka tadima ho fihlela ke bona ha sebatana sena se bolawa, setopo sa sona se senyeha, se akgelwa hara malakabe. Ha a le dibatana tse ding tsona, di ile tsa amohuwa matla a tsona, empa tsa ekeletswa nakwana ya ho phela. “Ponong ya ka ya bosiu ka bona e mong ya kang Mora Motho, a etla a le hodima maru, a etla ho Moholo wa Matsatsi, mme ba mo atametsa kapele ho yena. Yaba o newa puso, le tlotla, le mmuso, e le hore ba ditjhaba tsohle, le ba merabe yohle, le ba dipuo tsohle ba mo sebeletse. Puso ya hae ke puso ya kamehla yohle, e ke keng ya fela, mme mmuso wa hae o ke ke wa timetswa. “Nna Daniele, moya wa ka o ile wa utlwa bohloko, mme dipono tseo ke di boneng kelellong ya ka tsa ntshwenya haholo. Yaba ke atamela ho e mong wa ba neng ba eme moo, ka mmotsa hore na tseo di bolelang. “Yena a mpolella, a ntlhalosetsa se bolelwang ke dintho tsena, a re: Dibatana tsena tse kgolo, tse nne, ke dikgosi tse nne tse tla ba teng lefatsheng. Empa bahalaledi ba Ya Hodimodimo ba tla nka mmuso e be wa bona kamehla; e, kamehla le mehla. “Jwale ka batla ho tseba ditaba tsa sebatana sa bone, se sa tshwaneng le tsohle tse ding, se tshabehang ka ho fetisisa, se meno a tshepe le dinala tsa lethose, se harolong, se tsekolle, mme se hatakele ka maoto a sona hoo se ho siileng. Ka batla ho tseba le tsa manaka a leshome a hloohong ya sona, le tsa lenakana le ileng la runyola a mang a mararo, le nang le mahlo le molomo o buang ka boikakaso, le neng le feta manaka a mang a habo lona. Ka bona lona lenaka leo le lwantsha bahalaledi, le ba hlola. Yaba ho fihla Moholo wa Matsatsi, a ahlolela bahalaledi ba Ya Hodimodimo. Jwale nako ya fihla ya hore mmuso o newe bahalaledi. “Monna eo a re: Sebatana sa bone e tla ba mmuso wa bona lefatsheng, o sa tlo tshwana le mebuso e meng yohle. O tla timetsa lefatshe lohle, o le hatakele, o le robokele. Manaka a leshome a tswang mmusong ona, wona ke dikgosi tse leshome tse tla ba teng. Kgosi e nngwe, e sa tshwaneng le tseo tsa pele, e tla di hlahlama, mme e hlole dikgosi tse tharo. E tla bua ka boikakaso ho Ya Hodimodimo, e hlorise bahalaledi ba Ya Hodimodimo. E tla leka ho fetola dinako tsa selemo le melao. Ho tla neelanwa ka bahalaledi matsohong a yona ka nako e etsang dilemo tse tharo le halofo. “ Empa lekgotla la kahlolo le tla dula, kgosi ena e amohuwe matla a yona a puso, mme e fediswe, e timeletswe ruri. Mmuso le matla a puso, le botumo ba mebuso yohle e lefatsheng, tsena di tla newa setjhaba sa bahalaledi ba Ya Hodimodimo, eo mmuso wa hae e leng mmuso wa kamehla yohle, eo babusi bohle ba tla mo sebeletsa, ba mo hlomphe. “Dipolelo tsena di fella mona. Ha e le nna Daniele, ke ile ka tshwenngwa haholo ke menahano ya ka, ka pudufallwa, empa tsena ya eba sephiri sa ka.” Ka selemo sa boraro sa puso ya kgosi Beleshasare, nna Daniele, ke ile ka bona pono e nngwe hape, ntle ho dipono tseo ke neng ke ile ka di bona pele. Ponong ena ka iphumana ke le Shushane, ka tlung ya bokgosi, naheng ya Elame. Ke ne ke eme lebopong la noka ya Ulai. Ha ke lelatsa mahlo a ka, ke tadima, ka bona pheleu e eme lebopong la noka. Pheleu ena e ne e metse manaka a mabedi, a malelele. Empa le leng, le neng le ile la mela morao ho le leng, le ne le feta le leng ka bolelele. Ka bona pheleu ena e kgorohela bophirimela, le leboya, le borwa. Ho ne ho se sebatana se ka e emang kapele, kapa motho ya ka pholosang e mong ho yona. E ne e iketsetsa seo e se ratang, e bile e ikgohomosa. Ha ke ntse ke tadimile, ka bona phooko e etswa bophirimela, e haola lefatshe lohle, empa e sa hate fatshe. Phooko ena e ne e ena le lenaka la mophekapheka phatleng. Phooko ena ya fihla ho pheleu yane e naka di pedi, eo ke boneng e eme lebopong la noka, mme ya e kgorohela ka sekgahla se seholo. Ka e bona e atamela pela pheleu, e e halefetse haholo. Ya fihla ya thula pheleu, ya roba manaka a yona a mabedi. Kaha pheleu e ne e se na matla a ho thula, phooko ya e dihela fatshe, ya e hatakela, mme ho ne ho se motho ya ka namolelang pheleu eo. Ka baka leo, phooko ya ikgohomosa haholo, empa ha matla a yona a ntse a eketseha, lenaka la yona le mophekapheka la robeha, yaba bakeng sa lona ho mela manaka a mang a mane, a mephekapheka, a shebileng diqoleng tse nne tse lefatshe. Lenakeng le leng ha mela lenaka le lenyenyane, le ileng la hola haholo, matla a lona a tsejwa borwa, le botjhabela, le naheng e kgahlehang. Lenaka lena la matlafala haholo, hoo le bileng la futuhela le mabotho a lehodimo, la dihela fatshe karolo e nngwe ya mabotho ana e leng dinaledi tse ding, mme la e hatakela. La ba la nyedisa le yona kgosana ya mabotho ana, la fedisa sehlabelo se etswang ka letsatsi le letsatsi, la silafatsa le Sehalalelo. Ka baka lena, batho ba etsa sebe bakeng sa ho etsa dinyehelo tsa letsatsi ka leng. Nnete ya lahlelwa fatshe, mme lenaka la atleha ho tsohle tseo le di etsang. Jwale ka utlwa mohalaledi e mong a bua, mme e mong hape a botsa eo ya buang, a re: “Dintho tsee tse bonweng ponong di tla ba teng ho fihlela neng? E tla ba nako e kae ho ntse ho etswa manyala bakeng sa ho etsa dinyehelo tsa letsatsi ka leng, ho hatakelwa mabotho a lehodimo le Sehalalelo?” Ya botswang a araba, a re: “E tla ba matsatsi a dikete tse pedi le makgolo a mararo. Kamora moo, Sehalalelo se tla hlwekiswa.” Yare moo nna Daniele, ke ntseng ke leka ho utlwisisa seo pono eo ke e boneng e se bolelang, hanghang ka bona e mong ya kang motho, a eme pela ka. Ka utlwa lentswe la ya howeletsang a le kahara noka ya Ulai, le re: “Gabariele! Hlalosetsa monna eo pono ena!” Yaba o atamela moo ke emeng teng. Ha a fihla ka tshoha haholo, ka itihela fatshe ka sefahleho. Empa yena a re ho nna: “Utlwisisa, wena ngwana motho, hore pono ena e supa mehla ya bofelo.” Ha a ntse a bua le nna ke ne ke akgehile, sefahleho sa ka se ntse se le fatshe, empa a ntshisinya, a nkemisa ka maoto. Yaba o re: “Ke tla o bolella tse tla etsahala mohla kgalefo e felang, hobane di amana le mehla ya bofelo. “Pheleu e naka di pedi, eo o e boneng, e emetse dikgosi tsa Media le Peresiya. Phooko e makgisa ke kgosi ya Gerike, mme lenaka le mophekapheka, le phatleng ya yona, ke kgosi ya pele. Manaka a mane a ileng a mela ha leo la pele le robeha, a tshwantsha mebuso e tla thewa hara setjhaba seo, empa mebuso eo e ke ke ya eba matla jwaloka mmuso wa pele. “Mehleng ya qetelo ya mebuso eo, ha sebe se atile ka ho fetisisa, kgosi e lonya, e soro, e tla hlaha, kgosi e hlalefetseng tsohle, tsohle tsa bolotsana. Bonatla ba yona bo tla ba boholo, feela ha e tlo ba ba yona, ba yona ka seqo; ho timetsa ha yona e tla ba dimakatso, e atlehe ho tsohle tseo e di etsang, e timetse dinatla le bahalaledi. Ka maqiti a yona bolotsana bo tla atleha, ka pelong ya yona boikgohomoso bo tote, ba bangata e ba timetse hoja ba iketlile. E tla futuhela le Kgosana ya mahosana, qetellong e ripitlwe e se ka letsoho la motho. “Pono ya mahlabelo a mantsiboya le a hoseng, pono eo e senotsweng ho wena ke ya nnete; feela wena o e etse bofihla ba hao, hobane tsa yona ke tsa mehla e tlang.” Yaba nna Daniele, ke a akgeha, mme ka qeta matsatsi a mangata ke kula. Hamorao ke ile ka tsoha, ka nna ka phetha mesebetsi eo ke neng ke e abetswe ke kgosi. Pono ena e ile ya mmakatsa, empa ha ho motho ya neng a ka e utlwisisa. Ka selemo sa pele sa puso ya Dariuse, mora wa Ahashuerushe, wa morabe wa Bamede, ya ileng a etswa kgosi ya naha ya Bakalatiya, nna Daniele ka ithuta Mangolong a Halalelang, ka tseba hore ho ya ka lentswe la Morena, le neng le fihle ho moporofeta Jeremia, ho tla feta dilemo tse mashome a supileng Jerusalema e ntse e le lesupi. Yaba ke tadima ho Morena Modimo, ke ipiletsa ho yena ka thapelo, le ka dikopo, le ka ho itima dijo, le ka ho apara tse mahwashe, le ka ho itshela ka molora. Ka rapela Morena Modimo wa ka, ka etsa boipolelo bona, ka re: “Oho, Morena, wena Modimo e moholo, ya tshabehang, o baballa selekane sa hao sa lerato ka botshepehi ho ba o ratang, ba bolokang melao ya hao. Re entse sebe, ra etsa tse kgopo le tse mpe. Re o fetohetse, ra kgeloha melao ya hao le ditaelo tsa hao. Ha re a ka ra mamela bahlanka ba hao, baporofeta, ba buileng ka lebitso la hao ho dikgosi tsa rona, le ho mahosana a rona, le ho bo-ntata rona, le ho setjhaba sohle sa naha ena. “Oho, Morena, o lokile, empa rona re hlajwa ke dihlong kajeno, rona banna ba Juda, le baahi ba Jerusalema le Baiseraele bohle ba haufi le ba hole, ba dinaheng tsohle tseo o ba qhalanyeditseng ho tsona ka baka la ho o hlokela botshepehi. Oho, Morena, rona le dikgosi tsa rona, le mahosana a rona, le bo-ntata rona, re hlajwa ke dihlong, hobane re entse sebe. Morena Modimo wa rona yena o mohau, o a tshwarela, leha rona re mo fetohetse. Ha re a ka ra mamela lentswe la Morena Modimo wa rona, ra tsamaya ka melao ya hae, eo a re beetseng yona ka bahlanka ba hae, baporofeta. Baiseraele bohle ba tlotse molao wa hao, ba o kgeloha, ba se ke ba o mamela. “Ka baka leo, dithohako le dikahlolo tse hlapanyeditsweng, tse ngotsweng Molaong wa Moshe, mohlanka wa Modimo, di re wetse hodimo, hobane re o sitetswe. O phethahaditse dipolelo tsa hao, tseo o neng o di bue ho rona le ho babusi ba rona, ka ho re dihela koduwa ena e tshabehang. Lefatsheng lohle ha ho eso ka ho etswa se kang sena se entsweng mona Jerusalema. Jwalokaha ho ngotswe Molaong wa Moshe, koduwa ena yohle e re wetse hodimo. Empa le jwale ha re eso ka re rapela Morena Modimo wa rona ka ho furalla bokgopo ba rona, le ka ho latela nnete ya hae. Ka baka leo, Morena o nnile a thisisa koduwa ena, empa jwale o e dihetse hodima rona. Morena Modimo wa rona o etsa tsohle ka ho loka, empa rona ha re a ka ra mamela lentswe la hae. “Jwale, Morena Modimo wa rona, wena ya neng a ntshe setjhaba sa hao naheng ya Egepeta ka letsoho la hao le matla, mme wa tumisa lebitso la hao ho fihlela kajeno, re entse sebe, re entse bokgopo. Oho, Morena, ka ho ya ka ho loka hohle ha hao, ke a o rapela: Bohale ba hao le kgalefo ya hao a di ke di faposwe motse wa hao wa Jerusalema, thaba ya hao e halalelang. Ka baka la dibe tsa rona le makgopo a bo-ntata rona, Jerusalema mmoho le setjhaba sa hao, e fetohile sesomo ho bohle ba re potapotileng. “Jwale, ka lebaka la hao, wena Modimo wa rona, ako mamele dithapelo le dithapedi tsa mohlanka wa hao, o hauhele Sehalalelo sena sa hao se senyehileng. Oho, Modimo wa ka, ako sekehe tsebe, o mamele; ako tadime, o bone tshenyeho ya rona le ya motse ona o bitswang ka lebitso la hao. Dithapelo tsa rona ha re di lebise ho wena hobane re lokile, empa ke ka baka la ho tshepa mohau wa hao o moholo. Oho, Morena, ako re mamele! Oho, Morena, ako re tshwarele! Oho, Morena, ako re utlwe, mme o phethe jwalo! Ka baka la hao feela, wena Modimo wa ka, o se ke wa dieha, hobane motse wa hao o bitswa ka lebitso la hao, le setjhaba sa hao se bitswa ka lebitso la hao.” Ka nna ka bua jwalo, ka rapela, ka ipolela sebe sa ka le sa setjhaba sa heso sa Iseraele, mme ka lebisa thapedi ya ka ho Morena Modimo wa ka, ka baka la thaba e halalelang ya Modimo wa ka. Ha ke ntse ke rapela jwalo, Gabariele, monna eo ke neng ke mmone ponong ya ka ya pele, a tla ho nna ka nako ya sehlabelo sa mantsiboya, a potlakile. A bua le nna, a ntlhalosetsa, a re: “Daniele, jwale ke tlile ho wena ho tla o nea tsebo le kutlwisiso. Hanghang ha o qala ho rapela, ke ile ka newa taelo; jwale ke tlilo o tsebisa yona, hobane o ya ratwang haholo. Ka baka leo, mamedisisa, mme o utlwisise pono ena. “Lemo tse mashome a supileng, a supileng hasupa, di baletswe tjhaba sa heno le motse o halalelang, hore ditshito tsohle di tle di fediswe, dibe le tsona le ke le di fedise, ho etswe poelano bakeng sa ho etsa bokgopo, ho loka ha kamehla ho tle ho be teng, ho phethahatswe dipono, le bona boporofeta, Ya Halalelang haholo le yena a tlotswe. “Ka baka lena tseba, o utlwisise: Ho tloha mohla ho phatlalatswang taelo, taelo ya hore Jerusalema e tsoswe, ho fihlela ha mmusi a fihla, mmusi ya tlotsitsweng, lemo tse supileng hasupa di tla feta. Jerusalema e tla tsoswa, e hahwe, ho betlwe diterata le marako a tsoswe; e tsitse dilemo lemo tse mashome a tsheletseng a metso e mmedi hasupa, empa mehla ena e tla be le ya ditsietsi! Hoba ho fete dilemo, lemo tse mashome a tsheletseng a metso e mmedi hasupa, motlotsuwa wa Modimo o tla bolawa a se molato. Mabotho a kgosana e nngwe e tlang ho tla, a tla timetsa motse le Sehalalelo sa wona. Pheletso ya tsena e tla tla sa morallo, ntwa e hlabane ho fihlela e ba e lala, nanaola e rerilweng ke Modimo yona e sale. Kgosana e tla etsa selekane, e se etse le ba bangata, selekane seo e be sa dilemo di supile; bohareng ba nako ena ya selekane, e tla fedisa mahlabelo, e fedise le dinyehelo. Kgosana ena e bakileng nanaola e tla bea Manyala hodima tlhoro ya Tempele, ho fihlela pheletso e rerilweng ke Modimo e fihla, e wela hodima ya beileng Manyala, a a bea hodima tlhoro.” Ka selemo sa boraro sa puso ya Siruse, kgosi ya Peresiya, Daniele, ya neng a bitswa Beleteshasare, a fihlelwa ke molaetsa. Molaetsa ona e ne e le nnete, empa o le thata hore motho a o utlwisise. Daniele o ile a senolelwa molaetsa ona ka pono, mme a o utlwisisa. Ka wona matsatsi ao, nna Daniele ka ba bofifing ka dibeke tse tharo tse tletseng. Ka itima dijo tse monate, ka ila nama, ka se ke ka nwa veine, ka se ke ka itlotsa ka ole ka dibeke tseo tse tharo. Ka letsatsi la mashome a mabedi a metso e mene la kgwedi ya pele, ke ne ke eme lebopong la noka e kgolo ya Tigerese. Yaba ke lelatsa mahlo a ka, ke a sheba, mme ka bona monna e mong ya apereng seaparo se entsweng ka lene, thekeng a itlamme ka senyepa sa kgauta e tswang Ufase. Mmele wa hae o ne o benya jwaloka lehakwe le phatsimang, sefahleho sa hae se ka lehadima, mahlo a hae a ka mabone a tukang, matsoho a hae le maoto a hae a benya jwaloka lethose le hlakodisitsweng, lentswe la hae le utlwahala jwaloka modumo wa letshwele la batho. Ke nna feela ya ileng a bona pono ena. Banna ba neng ba eme le nna bona ha ba a ka ba e bona, empa ba ile ba tshoha haholo hoo ba ileng ba baleha, ba ya ipata. Ka baka leo, ka sala ke le inotshi, ke bohile pono e kgolo, mme ka fellwa ke matla, tshobotsi ya ka ya fetoha, ka tsherema mangwele. Ka utlwa lentswe la hae ha a bua, mme ha ke le utlwa ka wela fatshe ka sefahleho, ka akgeha. Yaba ke bona letsoho le nkama, le nkgumamisa ka mangwele le ka matsoho a ka. Motho eo a re ho nna: “Wena Daniele ya ratwang haholo, utlwisisa seo ke o bolellang sona. Ema ka maoto, hobane ke ronngwe ho wena.” Hoba a rialo ka ema ke ntse ke thothomela. Yaba o re ho nna: “Se tshabe, Daniele, hobane ho tloha ka letsatsi la pele leo ka lona o neng o qale ho batla kutlwisiso le ho ikokobeletsa Modimo wa hao, thapelo ya hao e ne e utlwahale, mme jwale ke tlile ho arabela thapelo eo ya hao. Empa lengeloi le sireletsang mmuso wa Peresiya le ile la nthibela ka matsatsi a mashome a mabedi a motso o mong. Yaba Mikaele, le leng la mangeloi a ka sehloohong, o a nthusetsa, hobane ke ne ke setse moo ke le mong le kgosi ya Peresiya. Jwale ke tlile ho o tsebisa se tla hlahela setjhaba sa heno ka nako e tlang, hobane pono ena e supa tse tla etsahala ka nako e tlang.” Hoba a bue mantswe ana ho nna ka tadima fatshe, leleme la ka la rareha. Yaba letsoho le kang la motho le ama molomo wa ka, leleme la ka la raroloha, ka bua le ya emeng kapele ho nna, ka re: “Oho, monghadi wa ka, pono ena e nkutlwisitse bohloko, ke kgathetse matla. Nna mohlanka wa hao, nka bua jwang le wena? Ke feletswe ke matla, ke sitwa le ho phefumoloha.” Letsoho leo le kang la motho la nkama hape, mme la mmatlafatsa. Motho eo a re ho nna: “Se tshabe, wena ya ratwang haholo. Kgotso e be le wena! Matlafala, e, matlafala!” Hoba a bue le nna ka matlafala, ka re: “Bua, monga ka, hobane jwale o mmatlafaditse.” Yaba motho eo o re: “Na o tseba lebaka le ntlisitseng ho wena moo? Jwale ke tla ya lwantsha lengeloi le sireletsang Peresiya. Hoba ke tsamaye, kgosana ya Bagerike e tla tla. Ke tla o bontsha se ngotsweng Bukeng ya Nnete. Ha ho le ya mong ya emeng le nna ntweng ena, haese Mikaele, kgosana ya heno. “Ka selemo sa pele sa puso ya Dariuse wa Momede, ke ile ka mo tshehetsa, ka mo sireletsa. “Jwale ke tla o bolella nnete. Bona mona, ho sa tla ba teng hape dikgosi tse tharo naheng ya Peresiya. Ya bone e tla rua ho di feta kaofela. Ka baka la matla a yona a tswalwang ke maruo a yona, e tla hlohleletsa tse ding tsohle ho tsohela mmuso wa Bagerike matla. “Empa kgosi e nngwe e matla, e tla hlaha, e buse ka matla a maholo, mme e iketsetse borata. Ha e se e phahame, mmuso wa yona o tla wa, o arolwe dikarolo tse nne. Dikgosi tseo e seng ditloholo tsa kgosi eo di tla busa tulong tsa yona, hobane mmuso wa yona o tla fediswa, o newe dikgosi disele, empa di ke ke tsa eba le matla ao e neng e busa ka wona. “Kgosi ya Egepeta e tla ba matla, empa e mong wa balaodi ba yona o tla ba matla ho e feta, a be a okamele mmuso o fetang wa kgosi eo. Ha ho fetile dilemo tse itseng, kgosi ya Egepeta e tla etsa selekane le kgosi ya Siria, e e nyadise moradi wa yona. Empa selekane seo se ke ke sa tiya, mme moradi eo, le mafielo a hae, le ngwana wa hae, le monna wa hae, batho bana bohle ba tla bolawa. “Kamora moo, e mong wa leloko la mosadi eo e tla ba kgosi. O tla futuhela mabotho a kgosi ya Siria, a hape qhobosheane ya wona, mme a a hlole. O tla kgutlela Egepeta a hapile medimo ya bona ya bohata le medingwana ya bona, le thepa ya bona ya silefera le ya kgauta, e etseditsweng medingwana eo. O tla qeta dilemo tse ngata a sa futuhele kgosi ya Siria. Kgosi ya Siria e tla futuhela kgosi ya Egepeta, empa e tla etsa sealo, e kgutlele naheng ya yona. Bara ba kgosi eo ya Siria ba tla hlomela, ba kgobokanye mabotho a mangata, a maholo, a tla tla ka sekgahla jwaloka morallo, a futuhele qhobosheane ya ba direng. “Kgosi ya Egepeta e tla tlokoma ke kgalefo, e futuhele kgosi ya Siria. Kgosi eo ya Siria e tla kgobokanya mabotho a mangata, empa a tla hlolwa. Kgosi eo e hlotseng e tla ikgohomosa ka tlholo ya yona, le ka bahlabani ba diketekete bao e ba bolaileng, empa e ke ke ya boela ya hlola. Kgosi ya Siria e tla kgutlela naheng ya yona, e yo kgobokanya mabotho a fetang a pele ka bongata. Ha ho fetile dilemo tse itseng e tla futuha ka mabotho a mangata, a hlometseng haholo. “Ka nako eo, setjhaba se sengata se tla fetohela kgosi ya Egepeta. Le kahara setjhaba sa heno, wena Daniele, ho tla hlaha banna ba kgantshang dikgoka, ba e fetohele, e le hore pono ena e tle e phethahale; feela ba tla hlolwa. Kgosi ya Siria e tla fihla e hahe marako a phahameng ho potapota metse e haheleditsweng, mme e e hape. Bahlabani ba Egepeta ba ke ke ba ema kapele ho kgosi ya Siria, esita le mokgetho wa Egepeta o tla fellwa ke matla. Kgosi eo ya Siria e futuhang e tla iketsetsa borata ka bona, mme ha ho ya tla e ema kapele. E tla kena naheng ya Kanana, eo e tla e timetsa ka letsoho la yona. Kgosi eo e tla futuha ka mabotho a yona wohle. E tla etsa selekane le kgosi ya Egepeta, mme hore mmuso wa Egepeta o tle o we, e tla nyadisa kgosi eo ya Egepeta moradi wa yona; feela morero oo wa ho diha mmuso o ke ke wa atleha. Hamorao e tla futuhela ditjhaba tse ahileng mabopong a lewatle, mme e hape tse ngata. Empa molaodi e mong osele o tla e hlola, a fedise boikgohomoso ba yona. Ruri boikgohomoso ba kgosi ya Siria bo tla fetohela monga bona. Kgosi eo e tla kgutlela diqhobosheaneng tsa naha ya habo yona, empa e tla hlolwa, mme e timelle ruri. “E tla hlahlangwa ke kgosi e nngwe, e tla romela mmokelli wa lekgetho, e le hore leruo la mmuso wa yona le tle le eketsehe. Empa kamora nakwana kgosi eo e tla bolawa ka sekgukgu, e seng ntweng. “Kgosi ya Siria e tla hlahlangwa ke monna ya kgopo, ya sa lokelang ho ba kgosi. Monna eo o tla tla a sa lebellwa, a ikgapele mmuso ka bolotsana. Bohle ba mo emang kapele o tla ba hohola jwalokaha sekgohola se hohola, a ba timetse, a timetse le yona kgosana ya selekane. Ka ho etsa dilekane tsa bolotsana o tla matlafala, a hape puso, le hoja palo ya setjhaba seo a se busang e fokola. O tla tsometsa dinaha tse ruileng, a di futuhele, a etse dintho tseo baholoholo ba hae ba sa kang ba tseba ho di etsa; a arolele balatedi ba hae thepa le maruo ao a a hapileng ntweng. O tla etsa merero ya ho futuhela diqhobosheane, empa nako e tla mo kgaoletsa. “O tla ba sebete ho kgobokanya mabotho a mangata, a futuhele kgosi ya Egepeta. Kgosi eo ya Egepeta e tla itwanela ka lebotho le leholo, le matla, empa e ke ke ya atleha, hobane e tla etsetswa bolotsana. Batshepuwa ba yona ba tla e diha. E tla bolaelwa bahlabani ba bangata, mme lebotho leo la yona le timetswe. Dikgosi tsena tse pedi di tla jela tafoleng e le nngwe, empa dipelo tsa tsona di tletse bokgopo, di bolellana mashano. Di ke ke tsa fumana seo di se batlang, hobane nako e badilweng ha e eso fihle. Kgosi ya Siria e tla kgutlela ha habo yona le matlotlo ao e a hapileng, e ikemiseditse ho senya selekane se halalelang. E tla iketsetsa borata, e ntano ipoella ha habo yona. “Ha nako e badilweng e fihla, kgosi ena ya Siria e tla futuhela Egepeta hape, empa lekgetlong lena la bobedi ho ke ke ha tshwana le lekgetlong la pele. Ba Kitime ba tla e futuhela ka dikepe, mme e tla kgathala matla. E tla kgutla e halefile, a fihle e hlatsetse kgalefo ya yona hodima selekane se halalelang, ebe e hauhela ba kwenehetseng selekane seo. “Bahlabani ba kgosi ya Siria ba tla silafatsa Tempele, ba fedise sehlabelo sa letsatsi le letsatsi, mme kahara Tempele eo ba bee Manyala a Tshenyeho. Ba kwenehetseng selekane e tla ba hapa ka leleme le monate, empa setjhaba se tsebang Modimo wa sona se tla e hanyetsa se tiile. “Bahlalefi ba tla ruta batho ba bangata, le hoja ka nakwana ba tla bolawa ka sabole, ba tjheswe ka mollo, ba thopuwe, ba jewe le maruo a bona. Ha setjhaba sena se ntse se bolawa jwalo, se tla fumana thuso e seng kae, empa ba bangata ba tla se kgomarela ka bolotsana. Ba bang ba ba bohlale ba tla kgoptjwa, e le hore ba tle ba lekwe, ba hlwekiswe, ba ntlafatswe, ho fihlela nako ya bofelo e beilweng e fihla. “Kgosi ya Siria e tla iketsetsa borata, e iphahamise, e ithorise ka ho re e matla ho feta medimo yohle, mme e nyefole le Modimo wa medimo. E tla atleha ho be ho fihle nako ya kgalefo, hobane se laotsweng eka kgona se phethahale. Kgosi eo e ke ke ya tsotella medimo ya bo-ntata yona, kapa modimo o ratwang haholo ke basadi, leha e le modimo ofe kapa ofe, empa e tla iphahamisa ho feta medimo eo yohle. Bakeng sa medimo eo, kgosi eo e tla hlompha modimo o sireletsang diqhobosheane, e leng modimo oo bo-ntata kgosi eo ba sa kang ba o tseba. Kgosi eo e tla o nyehella ka kgauta, le ka silefera, le ka mahakwe a bohlokwa, le ka dimpho tse kgahlehang. Ka thuso ya modimo osele, kgosi eo e tla futuhela diqhobosheane tse matla ka ho fetisisa, mme bohle ba ipeang tlasa puso ya yona e ba tlotle, e ba etse babusi hodima setjhaba se sengata, e ba putse ka ho ba arolela naha. “Ha mehla ya bofelo e fihla, kgosi ya Egepeta e tla futuhela kgosi ya Siria, empa kgosi eo ya Siria le yona e tla kgahlanyetsa kgosi ya Egepeta jwaloka setsokotsane, ka dikariki tsa ntwa, le ka bapalami ba dipere, le ka dikepe tse ngata. E tla futuhela dinaha tse ngata, e di hohole jwaloka sekgohola. E tla futuhela le naha ya Kanana, e hape dinaha tse ngata, empa baahi ba Edomo le ba Moabe le baholo ba Baamone, bona ba tla phonyoha matsohong a yona. Puso ya yona e tla namela dinaheng tse ngata, mme le naha ya Egepeta e ke ke ya phonyoha. E tla ikgapela matlotlo a kgauta le a silefera, le maruo wohle a bohlokwa a Egepeta, mme Balebia le Bakushe ba tla e sebeletsa. Empa e tla tshoswa ke madume a hlahang botjhabela le leboya, e futuhe ka kgalefo e kgolo, mme e ripitle, e timetse ba bangata. E tla hloma ditente tsa yona tsa bokgosi pakeng tsa lewatle le thaba e tlotlehang, e halalelang, mme kgosi eo e tla timela ho se ya e thusetsang. “Ka yona nako eo, Mikaele, kgosana e kgolo, mosireletsi wa setjhaba sa heno, o tla fihla. Mohlang oo ho tla ba le ditlokotsi tse esong ho ka di bonwa, haesale ditjhaba di eba teng ho fihlela kajeno. Ha nako eo e fihla, bohle ba setjhaba sa heno ba ngotsweng Bukeng, ba tla lopollwa. Ba bangata ba seng ba shwele ba tla boela ba tsoha: Ba bang ba tsohele bophelo ba kamehla yohle, ba bang ba tsohele hore ba hlajwe ke dihlong, ba nyedisehe kamehla yohle. Bahlalefi ba tla phatsima jwaloka loapi la lehodimo, mme ba rutileng batho ba bangata ho etsa ho lokileng ba tla phatsima jwaloka dinaledi kamehla le mehla. Empa wena Daniele, mantswe a Buka ena o a etse pinyane, o e bitiele ho fihlela mehla ya bofelo. Ba bangata ba tla e phenyaphenya, kahoo tsebo ya bona e eketsehe.” Yaba nna Daniele, ke a tadima, mme ka bona banna ba bang ba babedi ba eme, e mong a le lebopong le ka mose wane ho noka, e mong a le lebopong le ka kwano ho noka. E mong wa bona a botsa monna ya apereng seaparo se entsweng ka lene, ya neng a emeletse hodingwana ho noka, a re: “Dintho tsee tse makatsang di tla etsahala neng?” Monna ya apereng seaparo se entsweng ka lene, ya emeletseng hodingwana ho noka, a phahamisetsa matsoho a hae a mabedi lehodimong, a hlapanya ka Modimo ya phelang kamehla le mehla, mme ka utlwa a re: “E tla ba ka dilemo tse tharo le halofo. Ha matla a setjhaba se halalelang a se a fedisitswe, dintho tsena tsohle di tla etsahala.” Ka utlwa, empa ka se ke ka utlwisisa. Kahoo ka botsa, ka re: “Jwale, morena ka, dintho tsee di tla fella jwang?” Yena a nkaraba, a re: “Ikele, Daniele, hobane mantswe ana ke pinyane, a bitietswe ho fihlela mehla ya bofelo e fihla. Ba bangata ba tla hlwekiswa, ba ntlafatswe, ba lekwe. Ba kgopo bona ba tla nne ba etse bokgopo. Ha ho le ya mong wa ba kgopo ya tla utlwisisa, empa ba bohlale bona ba tla utlwisisa. “Ho tloha mohla ho fediswang sehlabelo sa letsatsi le letsatsi, ho bewa Manyala a Tshenyeho, e tla ba matsatsi a sekete le makgolo a mabedi le mashome a robong. Ho lehlohonolo ya tla mamella ho fihlela matsatsi a sekete le makgolo a mararo le mashome a mararo a metso e mehlano a fela. “Empa wena Daniele, o mamelle ho isa qetellong. O tla shwa, empa o tla tsoha mohla letsatsi la bofelo, o newe lefa leo o le abetsweng.” Mehleng ya puso ya Usiya, le Jotame, le Akase, le Hesekiya, dikgosi tsa Juda, le mehleng ya puso ya Jeroboame, mora wa Jehowashe, kgosi ya Iseraele, lentswe la Morena la fihla ho Hosea, mora wa Beeri. Ha Morena a qala ho bua le Hosea a na a re ho yena: “Tsamaya, o yo nyala, o nyale mosadi wa seotswa, o inkele le bana, bana ba bootswa ba hae, hobane lefatshe le furaletse Morena, la mo furalla ka ho hloka botshepehi.” Yaba Hosea o a ya, o nyala Gomere, moradi wa Dibelaime; yena a emola, mme a mo tswalla mora. Jwale Morena a re ho Hosea: “Mo ree lebitso la Jesereele, hoba haufinyane ntlo ya Jehu ke tla e otla, ke e otle, ke phetetse madi a Jesereele, bokgosi ba Baiseraele ke bo fedise. Mohlang oo seqha sa Iseraele ke tla se roba, ke se robele kgohlong ya Jesereele.” Gomere a boela a emola, mme a beleha ngwana wa ngwanana. Morena a re ho Hosea: “Yena o mo ree lebitso la Mohanuwa, hoba ke tla hana ho hauhela Baiseraele, le ho ba tshwarela nke ke ka ba tshwarela. Empa ke tla hauhela ba ntlo ya Juda, nna Morena Modimo wa bona, ke ba pholose. Ha nka ke ka ba pholosa ka seqha kapa sabole, kapa ka ntwa kapa dipere kapa bapalami.” Ha Gomere a se a kgwesitse Mohanuwa, a boela a emola, a tswala mora e mong. Yaba Morena o re: “Yena o mo ree lebitso la Lebamang, hoba lona ha le setjhaba sa ka, le nna ha ke Modimo wa lona. “Empa Baiseraele ba tla ngatafala, ba ngatafale sa lehlabathe la lewatle le ke keng la methwa leha e le ho balwa. Moo ho neng ho thwe ho bona: Lona ha le setjhaba sa ka, ho tla thwe: Le bana ba Modimo ya phelang. Bajuda le Baiseraele ba tla kopana, ba ikgethele mookamedi a le mong; ba hole, ba atlehe naheng ya bona, hoba tsatsi la Jesereele le tla ba leholo! “Ereng ho bana babo lona: Le setjhaba sa ka, ho dikgaitsedi tsa lona le re: Moratuwa. “Kgalemang mma lona, le mo kgaleme, hoba yena ha e sa le mosadi wa ka, le nna ha ke sa le monna wa hae. Lebososelo la bootswa a le fedise, dinyatsi di tlohe sefubeng sa hae. Ho seng jwalo ke tla mo tsodisa, a be poosho sa mohla a tswalwang; ke mo etse hore a ke lehwatata, ke mo fetole e be sebataolo, ke mmolaye ka ho mmolaisa lenyora. Bana ba hae nke ke ka ba hauhela, hoba ke bana ba tswetsweng, ba tswetsweng ka bootswa. Mma bona a na a iketsa seotswa, a itlontlolla ha a ba emola, a re: Ke tla ikela le medingwana ya ka, yona e mphang dijo, e mphe le metsi, e mphang boya, e mphe le motsitla, e mphang ole, e mphe le dino tsa ka. Ka meutlwa tsela hae ke tla e ralla, ke be ke e thibe ka ho haha lerako, a se ke a tsamaya ka tsela tsa hae tsa kgale. O tla manakisa medingwana hae, a e manakise, a se ke a e tshwara; o tla e batlisisa, a se ke a e fumana. Ke moo he a tla re: Ke tla kgutlela monneng wa ka wa pele, ho yena ke ne ke iketla ho feta kajeno. O na sa tsebe hore mofani ke nna, mofani wa koro le veine le ole, ya mo fileng silefera le kgauta e ngata, eo ba sebeleditseng Baale ka yona. “Kahoo ke tla mo amoha koro ya ka e butswitse, ke mo amohe veine ya ka e ritelehile, ke mo amohe boya le motsitla wa ka, tseo a patang bofeela ba hae ka tsona. Jwale bofeela ba hae ke tla bo pepesa, ke bo pepese mahlong a medingwana ya hae; ha ho ya tla mo namolela matsohong a ka. Ke tla fedisa menyaka yohle ya hae, mekete ya hae ya selemo ka seng, ya ho thwasa ha kgwedi le ya Disabatha, mekete yohle e halalelang ke e fedise. Ke tla senya fate tsa morara, ke senye le tsa feiye, tseo a reng ke moputso wa hae, moputso o tswang ho medingwana ya hae, medingwana eo a e ratang haholo. Fate tseo ke tla di etsa mofero, batana tsa naha di itjelle tsona. Ke tla mo otlela matsatsi a hae a pele, matsatsi a ho sebeletsa bo-Baale, ao ka wona a na ba tjhesetsa mokubetso, a ikgabisitse ka masale le mabenyane, a manakisana le medingwana ya hae, mme nna a se a bile a ntebetse,” ho rialo Morena. “Bonang, jwale ke tla mo qekisa, ke ye le yena kwana lehwatateng, teng ke bue le yena ka lerato. Moo teng ke tla mmuseletsa, ke mmuseletse dirapa tsa morara, kgohlo ya Akore ke e etse monyako wa tshepo. Teng o tla tsanyaola, a tsanyaole sa botjheng ba hae, sa mohla a neng a nyoloha Egepeta. “Mohla tsatsi leo,” ho rialo Morena, “wena o tla mpitsa: Monna wa ka, ha o sa tla hlola o mpitsa: Baale, e leng ho bolela: Monga ka. Mabitso a bo-Baale ke tla a fedisa, le ho bitswa a ke ke a hlola a bitswa. Mohla tsatsi leo ke tla ba etsetsa selekane, ke ba etsetse sona le batana tsa naha, ke ba etsetse sona le nonyana tse fofang, le tsona dihahabi tse holobang mobung. Ke tla fedisa seqha le sabole ya ntwa, ke di fedise hona naheng eo, bohle ba tle ba phele, ba iphelele ka kgotso. Ke tla o nyala o be wa ka kamehla, ke o nyale ka toka le ka ho loka, ka lerato le ka kutlwelobohloko. Ke tla o nyala ka botshepehi, mme o tla tseba hore ke nna Morena. “Mohla tsatsi leo ke tla araba,” ho rialo Morena, “ke tla arabela mahodimo, mahodimo wona a arabele lefatshe. Lefatshe le lona le tla arabela, le medise koro le veine le ole, tsena di arabele Jesereele. Ke tla mo jakisa naheng ena, ke hauhele ya neng a bitswa Mohanuwa; ho bao e neng e se setjhaba sa ka ke tla re: Le setjhaba sa ka, bona ba re: O Modimo wa ka. ” Morena a re ho nna: “Eya, o boelane le mosadi wa hao, le hoja a se a ratana le monna e mong, e se e le sefebe. O mo rate jwalokaha Morena a rata bana ba Iseraele, le hoja ba sebeletsa medimo esele, mme ba e nyehella ka diphaphatha tsa mangangajane a morara.” Yaba ke a mo lata, ke lefa silefera e boima ba dikeramo tse ka bang lekgolo le mashome a supileng, le dikilokeramo tse lekgolo le mashome a mahlano tsa harese. Ka re ho yena: “O tla dula le nna nako e telele, o sa iketse seotswa kapa mosadi wa monna e mong; kahoo le nna ke tla ba wa hao.” Bana ba Iseraele le bona ba tla qeta nako e telele ba se na kgosi kapa kgosana; ba se na sehlabelo kapa sefika seo ba se kgumamelang, ba se na setipe kapa medingwana ya lelapa. Kamora moo bana ba Iseraele ba tla kgutla, ba batle Morena Modimo wa bona, le Davida, kgosi ya bona. Qetellong ba tla kgutlela ho Morena ba ntse ba tlakasela, mme ba amohele mahlohonolo a hae. Lona Baiseraele, utlwang ntswe la Morena! Morena o qosa baahi ba naha ena, hobane ha ho nnete, ha ho mohau, le ho tseba Modimo naheng ena ha ho eo. Ke mahlapa, ke leshano, ke dipolao, ke boshodu, ke ho etsa bohlola! Melao yohleyohle ba a e tlola, madi a tsholoha a sa tswa tsholoha! Kahoo naha e tla apara bofifi, bohle ba phelang ho yona ba tla timela, ho timele dibatana tsa naha, ho timele nonyana tse fofang, tlhapi tsa lewatle le tsona di timele! “Empa ho se be motho ya tsekang, kapa motho ya nyatsang e mong; ke nna ya qosang wena moprista. Ka baka leo, o tla kgothometseha motsheare, bosiu moporofeta a kgothometsehe le wena, mme nna ke tla timetsa mmao. Tjhaba sa ka se timetswa ke ho hloka tsebo. “Kahobane tsebo o se o e lahlile, le nna ke tla o lahla jwalo, o ke ke wa ba moprista wa ka; kaha o lebetse molao wa Modimo wa hao, le nna bana ba hao ke tla ba lebala. Ha baprista ba ntse ba ngatafala, ba ile ba ntshitelwa haholo; kahoo tlotla ya bona ke tla e fetola dihlong. Ba ruiswa ke sebe sa tjhaba sa ka, ba thabela ha se etsa bokgopo. Jwaloka setjhaba, baprista le bona ba tla otlwa, ke tla ba otla, ke ba otlele metsamao ya bona, ke ba putse ka baka la diketso tsa bona. “Ba tla ja mahlabelo, empa ba ke ke ba kgora; ba tla ineella bootswa, empa ba ke ke ba ata, hobane ha ba sa tsotella Morena, ba ineeletse ho etsa bootswa.” “Veine e ntjha le veine ya molatsa e hlokisa tjhaba sa ka kelello. Tjhaba sa ka se laola ka dikoqwana, melangwana ke yona e buang le sona. Moya wa bootswa o a se kgelosa, se furaletse Modimo, se etsa bootswa. Tlhorong tsa dithaba ba nyehela ka mahlabelo, maralleng teng ba tjhesetse mokubetso, le tlasa eike le popoleri le leoka, hoba teng moriti ke o maphodi. Kahoo baradi ba lona ba etsa bootswa, dingwetsi tsa lona le tsona di a feba. “Baradi ba lona nke ke ka ba otlela bootswa, le dingwetsi tsa lona ha di etsa bofebe, hobane banna bona ba matha le diotswa, ba nyehela ka mahlabelo ba ena le matekatse, tjhaba se hlokang kutlwisiso se tla timela! “Wena Iseraele, leha o iphetotse letekatse, Juda a se ke a ba molato jwaloka wena, Gilegale teng le se ke be la hata, le Bete-Afene le se nyolohele teng, kapa la hlapanya ka Modimo ya phelang! Baiseraele ba manganga sa kgomo ya sethole, na ebe Morena a ka ba alosa, a ba katla sa dikonyana phuleng? Efraime o kgomaretse medingwana, mo leseng, le mo tlohele. Dino tsa bona di a ba tahisa, ba etse bootswa ba sa kgaotse; babusi ba bona ba hlanyetsa tse dihlong. Setsokotsane se tla ba sobokella, se ba sobokelle, se ba fefole, mahlabelo a bona a ba hlabise dihlong.” “Lona baprista, utlwang mona! Lona ba ntlo ya Iseraele, elang hloko! Lona ba ntlo ya kgosi, sekehang ditsebe! Kahlolo ena e tobane le lona: Le bile leraba la ho tshwasa Misepa, letlowa le adilweng hodima Tabore. Bafetohedi ba tetebetse hara dipolao, ke tla ba otla kaofela ha bona. Tsa Efraime ke di tseba sethapo, tsa Iseraele hase bofihla ho nna. Wena Efraime, o etsa bootswa, Iseraele yena o itshilafaditse.” “Diketso tsa bona di a ba thibela, ba sitwa ho kgutla, ho kgutlela ho Modimo wa bona. Moya wa bootswa o se o ba hapile, Morena yena ha ba mo tsotelle. Boikgohomoso ba Iseraele bo a mo ahlola, Iseraele le Efraime ba tla kgothometseha, ba be ba we ka baka la bokgopo ba bona, Juda le yena a we le bona. Ba tla ya ka mehlape, ya dikgutshwane le ya makgomo, ba ye ka yona ho ya batla Morena, empa ha ba ka ke ba mo fumana, hobane yena o arohane le bona. Ha ba a ka ba tshepahala ho Morena, ba mo tswaletse bana, bana ba dikgaupane. Jwale etlare ha kgwedi e thwasa, ba timetswe le masimo a bona.” “Letsang lenaka le le Gibea, le letse terompeta le le Rama; hlabang mokgosi le le Bete-Afene, pele-a-pele wena Benjamine! Mohla le fihlang tsatsi la kahlolo, naha ya Efraime e tla fetoha nanaola. Ke phatlalletsa merabe ya Iseraele, ke e phatlalletsa seo e leng nnete. Mahosana a Juda a ka ba tsekang meedi, ba suthisang mekolokotwane ya meedi. Ke tla hlatsa kgalefo ya ka, ke e hlatsetse hodima wona, ke e tshollele hodima wona, ke e tshollele sa morallo wa metsi. Efraime o hateletswe, o hlotswe ke nyewe, hobane a ne a batla thuso, a e batla ho medingwana. Ho ba ntlo ya Efraime ke tshwana le tshwele, ho ba ntlo ya Juda ke ka diboko. “Ha Efraime a bona bolwetse ba hae, Juda yena a bona diso tsa hae, Efraime yena a ikela naheng ya Asiria, a ya kopa thuso ho kgosi ya mohlabani. Empa kgosi e sitilwe ho mo fodisa, ya hlolwa ho phekola diso tsa hae. Ho ba ntlo ya Efraime ke tla tshwana le tau, ho ba ntlo ya Juda eke ke tawana. Nna ka sebele ke tla harola, ke ikele, ke ba hlasinye, ba hloke monamoledi. Ke tla tsamaya ke ikgutlelle haeso, ho fihlela ba dumela molato wa bona, ba o dumela, ba bile ba mpatla. Matshwenyehong a bona ba tla mpatla, ba mpatlisise.” “Tloong, re kgutleleng ho Morena: Ke yena ya re hlenhlantseng dinama, empa ke yena ya tla re fodisa; ke yena ya re ntshitseng maqeba, empa ke yena ya tla a tlama. Kamora matsatsi a mabedi o tla re phedisa, ka tsatsi la boraro ebe o a re emisa, re tle re phele mmoho le yena. A re lekeng ho tseba Morena, re ikitlaeletseng ho mo tseba. Ho tla ha hae ke ha nnete, ha nnete ya ho tla ha mafube; o tla tla ho rona sa medupe ya pula, sa pula tse kolobisang, tse kolobisang mobu selemo.” Empa Morena o re: “Wena Efraime, ke etse jwang ka wena? Wena Juda, ke etse jwang ka wena? Rato la lona le ka mohodi o thibang hoseng, le ka phoka ya meso e nyamelang kapele. Kahoo ke le kgalemetse ka baporofeta ba ka, ka dipolelo tsa ka ka le timetsa, kahlolo tsa ka tsa le wela sa lehadima. Ke thabela mohau e seng mahlabelo, ho tseba Modimo, e seng nyehelo tsa setjheso. Ba sentse selekane sa ka jwaloka motse wa Adamo, kahoo ba ntlhokela botshepehi. Gileade ke motse wa ba etsang bokgopo, Gileade ke motse o kganathetseng madi a batho. Jwalokaha dinokwane di ye di lalle motho, hlopha sa baprista le sona se a lalla, se bolaele batho tseleng e yang Shekeme, mahlabisadihlong ana se a etse ka morero. Ke bone manyala ka tlung ya Iseraele, Efraime o etsa bootswa, o bo etsetsa hona kateng, mme Iseraele o itshilafaditse. Le wena Juda, kahlolo e o emetse, mohla ke kgutlisang setjhaba sa ka.” “Ha ke re ke fodisa Iseraele, dibe tsa Efraime di a pepeseha, bokgopo ba Samaria bo senolehe: Bobedi ba etsetsana bolotsana, Mashodu a a thua, a kene ka matlung, diterateng dinokwane di hape tsa batho. Kelellong tsa bona ha ba hlokomele hore ke hopola bokgopo ba bona. Kahohle dibe tsa bona di ba dikile, mme di pontsheng ya ka kamehla.” “Ka bokgopo ba bona ba thabisa kgosi, ba thabise le mahosana ka mashano a bona. Kaofela ha bona ba etsa bofebe, ba tuka sa sebopi se beseleditswe, mophehi a sa hloke ho se roteletsa, ho tloha ha a qala ho duba hlama, ho fihlela hlama eo e ba e bela. Mohla mokete wa kgosi ya rona, ba tahisa mahosana, ba a nwesa veine, kgosi e etsise basomi ka ho nwa. Dipelo tsa bona di tjhesa sa sebopi, ha ba qatjhame, ba laletse kgosi. Kgalefo ya bona bosiu e a kekela, ere bo esa e tuke sa malakabe. Kaofela ha bona ba tjhesa sa sebopi, ba fenethile babusi ba bona. Dikgosi tsa bona di wele mofela, ha ho e kile ya ipiletsa ho nna. “Efraime o ikopantse le baditjhaba; Efraime ke senkgwa se fubisitsweng. Matla a hae a jelwe ke baditjhaba, empa hoo yena ha a ho lemohe. Hlooho e se e le marasi a ho taba, empa le hoo ha a ho lemohe. Baiseraele ba ahlolwa ke boikgantsho ba bona, empa ha ba kgutlele ho Morena, Morena Modimo wa bona, kapa ho mmatla, leha tsena di etsahetse. “Efraime ke leebanakgorwana, leebanakgorwana le sethoto, o ipiletsa ho Egepeta, a nto ya ho Asiria. Hohle moo ba yang teng ke tla ba tshwasa, ke akgele tlowa la ka hodima bona; ke ba theole sa nonyana tse fofang, ke ba tshwase ha ba kgobokana mmoho. Bomadimabe bo ba wele hodimo, hobane ba balehile pela ka! Kotlo e ba wele hodimo, hobane ke mona ba ntshitetswe! Ke ne ke re ke a ba lopolla, empa ba nnetile ka leshano! Ha ba ipiletse ho nna ka dipelo tsa bona, ba bokollela phateng tsa bona feela. Ha ba llela koro le veine ba a itshehaka, empa nna ba a mphetohela. Le hoja ke ba otlile, ke ba matlafaditse, empa bona ba ntherela tse kgopo. Ba ka seqha se kgwele e hlephileng, ha ba kgutlele ho Ya Hodimodimo. Mahosana a bona a tla bolawa ka sabole, a bolaelwe boikakaso ba dipuo tsa wona, a jewe tlepane naheng ya Egepeta. “Letsa lenaka, o hlabe mokgosi! Ntsu ke eo e ubella Moreneng, hobane tjhaba se sentse, sa senya selekane sa ka, sa ba sa tlola le molao wa ka. Tjhaba sa Iseraele se a ipiletsa, se a ipiletsa, se re ho nna: Oho, Modimo wa rona, rona re a o tseba! Empa Baiseraele ba furaletse tse molemo, kahoo sera se tla ba phaladisa. Ba ipeetse kgosi ba sa ka ba ntherisa; ba bea mahosana nna ke sa ka ka tseba. Ka silefera le ka kgauta ya bona ba iketseditse medingwana ya bona, kahoo Baiseraele ba tla timela. Wena Samaria, ke nyonya medingwana ya hao, medingwana ya hao ya manamane, kgalefo ya ka e tlokomela baahi ba Samaria! Ba tla sitwa ho itlhwekisa ho fihlela neng? Namane ena e ne e etswe naheng ya Iseraele, e entswe ke lelala, empa yona hase Modimo. Namane ya Samaria e tla thuakanngwa! “Ba jetse moya, ba tla kotula sefefo, kaofela mabele a bona a phutsitse, kahoo dijo di ke ke tsa eba teng; leha eba a ne a ka beha haholo, baditjhaba ba ne ba tla a lobela. Baiseraele ba kwentswe, ba kwentswe bokwiditane, jwale ba se ba lweba kahara baditjhaba, ba ka ntho e se e se na molemo. Ba nyolohile, ba ikela Asiria, sa tonki e hlaha, e lelerang le naha; Efraime yena o ikgiretse basireletsi. Le hoja ba ithekisitse, ba ithekisitse ho baditjhaba, nna ke tla ba phutha, ke ba bokelle. Ba tla qala ho fella dikobong, ha ba hatellwa ke kgosi ya Asiria. “Le hoja Efraime a hahile dialetare tse ngata, a tle a etsetse tefelo ya sebe ho tsona, aletare tsena di fetohile sentele sa dibe. Ke mo ngoletse melao e se nang palo, empa o e tadima e le ntho tsa basele. Ba nketsetsa dinyehelo, nyehelo tsa mahlabelo, ba itjella nama eo ya mahlabelo, empa ho nna Morena, ha a amohelehe. Ke tla hopola bokgopo ba bona, ke ba otlele dibe tsa bona, ke ba kgutlisetse naheng ya Egepeta. Iseraele o lebetse Mmopi wa hae, a haha matlo a dikgosi tsa hae; Juda o hahile metse e mengata, metse e haheleditsweng, empa metse eo ke tla e tjhesa ka mollo, o tjhese matlo a yona a bokgosi.” Se ke wa nyakalla, wena Iseraele! Se ke wa thaba jwaloka ditjhaba tse ding! O entse bootswa ka ho furalla Modimo wa hao, o hloma eka moputso wa bootswa ba hao ke mabele a polwang, a polwang seotlong ka seng. Seotlo le setlhotlelo di ke ke tsa fepa setjhaba, veine e ntjha le yona e tla se haella. Se ke ke sa aha naheng ya Morena, Efraime yena o tla kgutlela Egepeta, tjhaba se je dijo tse sesila, se di jele Asiria. Ha se ka ke sa etsetsa Morena nyehelo tsa veine, mahlabelo a sona ha a amohelehe ho yena, ho sona a tla ka dijo tsa bofifi, bohle ba di jang ba tla silafala. Dijo tsa bona di tla itjellwa ke bona feela, di ke ke tsa kenngwa ka Tempeleng ya Morena. Le tla etsang mohla tsatsi le halalelang, mohla letsatsi la mokete wa Morena? Ha ba phasaphasa, ba baleha timelo, Egepeta e tla ba kgobokanya, e ba kgobokanye mmoho, Memefise yona ebe e a ba epela. Matlotlo a silefera a tla melella bobatsi, meutlwa e ririellane ka ditenteng tsa bona. A se a fihlile matsatsi a kahlolo! A se a fihlile matsatsi a phetetso! Sena Iseraele o tla se tseba! Le re: “Moporofeta enwa ke sethoto! Ya susumetswang ke moya yena ke lehlanya!” Hoba bokgopo ba lona bo totile, le bora ba lona bo totile hakaalo! Moporofeta ke molebedi wa Efraime, Efraime, tjhaba sa Modimo wa ka; empa o tjhehetswe maraba, a a tjhehelwa tseleng tsohle, ka Tempeleng ya Modimo wa hae bora bo mo emetse. Ba tetebetse hara qhafutso ya bokgopo, ba tetebetse sa mehleng ya Gibea. Morena o tla hopola bokgopo ba bona, ebe o ba otlela dibe tsa bona. “Ha ke ne ke qala ho fumana Iseraele, o ne a ka morara o metseng hara lehwatata; ha ke qala ho bona baholoholo ba lona, ba ne ba ka feiye ya dilopotsiya. Empa hoba ba fihle Baale-Peore, ba ineella modingwana o hlabisang dihlong, ba nyonyeha sa manyala ao ba a ratang! Tlotla ya Efraime yona e tla nyamela, e nyamele sa nonyana e fofela hole, ho se be pelehi, kemaro, kemolo. Leha ba ka hodisa bana ba bona, ke tla ba timetsa, ba hloke le thokolwana. Ba tla ba madimabe ha ke ba furalla! Kamoo ke boneng Efraime kateng, o ne a dutse monateng sa motse wa Tire; empa Efraime o tla tswala bana ba hae, a ba tswalle ho bolawa, ho bolawa ke mmolai.” Oho, Morena, ako ba nee! Ekaba o tla ba nea eng, Morena? Ba nee dipopelo, dipopelo tse senyehelwang! Ba nee matswele, matswele a sa tsweng lebese! “Bokgopo bohle ba bona bo qadile Gilegale, ka qala ho ba hloya ha ba le moo. Ka baka la bokgopo bona ba bona, ke tla ba leleka Tempeleng ya ka. Nke ke ka hlola ke sa ba rata, mahosana a bona wohle ke bafetohedi. Efraime ke fate se seng se rathilwe, motso wa hae o se o omeletse, a ke ke a hlola a beha ditholwana. Esita leha a ka tswala bana ke tla bolaya bana ba popelo ya hae, bana bao a ba ratang haholo.” Modimo wa ka o tla ba furalla, hobane ha ba a ka ba mo mamela; ba tla fetoha baleleri hara baditjhaba. Iseraele ke morara o holang haholo; ha tholwana tsa hae di ntse di eketseha, dialetare tsa hae le tsona di a eketseha. Ha mobu wa hae o atlehisa dijalo, le yena o ntlafatsa difika, fika tse kgumamelwang. Pelo tsa Baiseraele di tletse mano, kahoo ba fumantshwa kotlo ya bona. Modimo o tla heletsa dialetare tsa bona, a dihe difika tsa medingwana bona. Jwale ba tla re: “Rona ha re na kgosi, hobane ha re a ka ra tshaba Morena. Esita leha re ne re ena le kgosi, kgosi eo e ne e tla re thusa ka eng?” Ba etsa ditshepiso tsa bosawana, ba hlapanye ka leshano, ba etse le dilekane, kahoo ho hlaha dinyewe, nyewe tse ngatangata, di ke monatja o mela hara boleme. Baahi ba Samaria ba tla thothomela, ba thothometswe ke manamane, manamane a Bete-Mene. Tjhaba sa Samaria se tla llela namane eo, baprista ba yona le bona ba e llele, bona baprista ba neng ba e thabetse, ba nyakalletse tlotla ya namane, tlotla e seng e tlositswe, e tlositswe ho yona. Namane eo e tla iswa Asiria, e le nyehelo ho kgosi e kgolo. Efraime yena o tla hlajwa ke dihlong, Iseraele a swabiswe ke keletso tsa hae. Samaria le kgosi ya yona di tla hoholwa, di hoholwe sa mahohodi hodima metsi. Dibaka tsa borapedi, tsa Afene, di tla fediswa, tsona tseo Iseraele a etsetsang sebe ho tsona, aletare tsa bona di mele meutlwa, di mele tshehlo. Ba tla re ho dithaba: “Re kgurumetseng!” Ho maralla ba re: “Re weleng hodimo!” “Wena Iseraele, haesale o etsa sebe, o se entse ho tloha mehleng ya Gibea, bofetohedi ba hao bo qala moo Gibea, hona moo Gibea ntwa e tla o kgaoletsa teng. Ke tla futuhela bafetohedi, ke ba kgahlole, ke ba kgobokanyetse mabotho a baditjhaba, ke ba otlele dibe tsa bona, dibe tse ngatangata. Efraime ke kgongwana e thapisitsweng, ke kgongwana e ratang ho pola mabele; molaleng wa yona o motle ka bea joko, ka bofella Efraime mohomeng hore a leme, Jakobo yena a tle a phophothe makwete. Motho ka mong a kgathe thite ya hae, a itjalle ho loka ho tswalang lerato, a kotule molemo o tswalwang ke botshepehi. Nako e fihlile ya ho batla Morena, ya ho mmatla ho fihlela a etla, a le nesetsa pula ya mahlohonolo. Empa le ile la jala bokgopo, kahoo le kotutse tholwana ya bokgopo, la ja le yona tholwana ya leshano. Kahobane o itshepetse kariki tsa hao tsa ntwa, o tshepile le boiyane ba mabotho a hao, morusu wa ntwa o tla tsohela tjhaba sa hao, qhobosheane tsohle tsa hao ebe di a ripitlwa, di ripitlwe sa mohla tsatsi lane la ntwa, ha Shalemane a ne a ripitla Bete-Arabeele, a pshatlaka basadi le masea a bona. Le wena Bethele, ho tla ba tjena ho wena, ka baka la bokgopo bo boholo ba hao. Ha mafube a meso a hlaha ka botjhabela, kgosi ya Iseraele e tla ripitlelwa ruri! “Ke ratile Iseraele e sa le lesea, ka bitsa mora wa ka hore a tswe Egepeta. Ha ke ntse ke pheeletse ho ba bitsa kgafetsa, ba nna ba suthella thoko ho nna; ba nyehella bo-Baale ka mahlabelo, ba tjhesetsa medingwana mokubetso. Ke nna ya rutileng Efraime, ka mo ruta ho tataya, ka mo nenesa ka letsoho la ka; empa ha ba a ka ba ela hloko hore ke nna ya ba hlokometseng. Ke ne ke ba hula ka kgwele tsa mohau, ke ba hula ka mehala ya lerato; ka tlosa joko molaleng wa bona, ka inamela fatshe, ka ba fepa. “Ba tla kgutla, ba kgutlele naheng ya Egepeta, ba buswe ke kgosi ya Asiria, hobane ba hanne ho kgutlela ho nna. Sabole e tla tsekema hara metse ya bona, e robe mekwallo ya dikgoro tsa bona, merero ya bona yohle e e nyopise. Tjhaba sa ka se itheretse ho mphuralla; leha se ka ipiletsa ho Ya Hodimodimo, ha a ka ke a ba a se hlomamisa hape. “Wena Efraime, nka o lahla jwang? Wena Iseraele, ka neelana ka wena jwang? Nka o timetsa sa Adema jwang? Ka o etsisa Seboime jwang? Pelo ya ka e nkganela ho etsa jwalo, lerato la ka le a hlasimoloha. Nke ke ka phetha tsa kgalefo ya ka, nke ke ka timetsa Efraime hape, hoba nna ke Modimo, ha ke motho; ke Ya Halalelang ya dulang hara lona, ha nka ke ka tla ke halefile. Etlare ha Morena a puruma sa tau, tjhaba sa hae se mo sale morao; etlare ha a puruma, bana ba hae ba tle, ba tle ba thothomela, ba etswa bophirima. Ba tla pakasela sa nonyana e fofa, ba pakasele ba etswa Egepeta, ba pakasele sa leeba ba etswa Asiria, ke ba ahise matlung a bona,” ho rialo Morena. Efraime o nteetse hare, a nteela hare ka mashano, ba ntlo ya Iseraele bona ka thetso; Juda yena o ntse a fetohetse Modimo, Modimo ya tshepahalang, Modimo ya halalelang. Efraime yena o itshepetse lelea, o kalakatisa moya wa botjhabela, letsatsi ka leng le mo ekeletsa leshano, letsatsi ka leng le mo ekeletsa tshenyeho. Ba etsa selekane le naha ya Asiria, ole e romelwe naheng ya Egepeta. Morena o na le qoso e tobaneng le Juda, o tla otla Jakobo, a mo otlele boitshwaro ba hae, a mmuseletse ho ya ka diketso tsa hae. Ka popelong o ne a tshwere ngwanabo serethe, ha e se e le monna a kolokotjhana le Modimo. A kolokotjhana le lengeloi, a le hlola, a ba a le kopa tlhohonolofatso, a le kopa yona ka dikeledi. A teana le Modimo a le Bethele, a bua le yena a le hona moo. Morena ke Modimo wa mabotho, Morena ke lona lebitso la hae. Wena, kgutlela ho Modimo wa hao, o be le lerato, o be le toka, o tshepe Modimo wa hao, o mo tshepe kamehla yohle. Mohwebi o sebedisa sekala kala sa bolotsana, o bile o rata le ho qhekanyetsa. Efraime yena o a ithorisa, o re: “Ke ruile haholo, ke bokeletse matlotlo, ha ho na sebe, ha ho na bokgopo, ha ho na seo ba ka nqosang ka sona.” Empa Morena o re: “Ke nna Morena Modimo wa hao, ho tloha ha o ne o le naheng ya Egepeta; ke tla etsa hore o boele o phele ditenteng, o phele teng sa mohla mekete e halalelang. Nna ke buile le baporofeta, ka ba hlahisetsa dipono, pono tse ngatangata, ka bua le bona ka ho etsa dipapiso.” Na bokgopo bo teng Gileade? Batho ba teng ke mafeelafeelane! Ba etsa mahlabelo ka dipohwana, ba a etse Gilegale, dialetare tsa bona di tla heletswa, di ke mekolokotwane hara masimo. Jakobo o balehetse naheng, naheng ya Baarame, Iseraele a sebeletsa ho nyala mosadi, hore a tle a mo nyale, a alosa dinku. Ka moporofeta, Morena a ntsha Iseraele Egepeta, mme ka moporofeta, a ba a mmaballa. Efraime o phepheditse Morena wa hae haholo, kahoo molato wa ho tsholla madi e tla ba wa hae, Morena a mo otlele nyefolo eo a nyefotseng ka yona. Ha Efraime a bua, tjhaba di ne di thothomela, hoba o ne a le moholo naheng ya Iseraele; empa a kgumamela Baale, kahoo a etsa sebe, ka baka la sebe seo yaba o a shwa. Jwale ba etsa sebe ho ya ho ile, ba entse medingwana ka silefera e qhibidisitswe, ba etsa medingwana ya bona, medingwana ya manamane, kaofela ha yona e le mesebetsi ya ditsebi. Batho bana ha ho buuwa ka bona ho thwe: “Ha ba nyehela ka mahlabelo a bona, ba be ba ake medingwana ya manamane.” Kahoo ba tla tshwana le mouwane wa hoseng, ba je jwaloka phoka ya meso e hlohlorehang, ba be jwaloka mmoko o fefolwang ke moya seotlong, ba be jwaloka mosi o foqohang hodima ntlo. Empa Morena o re: “Ke nna Morena Modimo wa hao, ho tloha ha o le naheng, naheng ya Egepeta. Ha o a ka wa ba le Modimo e mong kantle ho nna, hobane ha ho Mopholosi e mong kantle ho nna. Ke o babaletse o le hara lehwatata, o le naheng e omeletseng haholo. Ka ba fepa, ba eja, ba ba ba kgora; yare ha ba kgotshe ba qala ho ikgohomosa, kahoo yaba ba se ba ntebala. Jwale ke tla ba futuhela, ke ba futuhele sa lekakuba, tseleng teng ke ba lalle sa lengau. Ke tla ba futuhela se bere e le tshehadi, sa bere e bolaetsweng madinyane a yona, ke tsekolle maaparapelo a bona, ke ba harole jwaloka tauhadi, jwaloka hoja ba harotswe ke sebatana. “Wena Iseraele, ke tla o timetsa! Ebe ke mang ya ka tsebang ho o thusetsa? E kae kgosi ya hao e ke e o namolele, e o sireletse metseng yohle ya hao? Babusi bohle ba metse ya hao ba kae, bona bao o ne o bue ka bona, wa re: Ako mphe kgosi, o be o mphe le mahosana? Ka o nea kgosi eo ke halefile, ka ba ka o amoha yona ke halefile. Bokgopo ba Efraime bo ngotswe bukeng, sebe sa hae se ke ke sa lebaleha. Mahlaba a pelehi a tla tshwara mmae, empa Efraime ke ngwana ya sethoto, o lesisitheho ho belehwa ka nako ya teng. “Na nka ba phemisa, ka ba phemisa Nqalo ya Bafu? Na nka ba lopolla tleneng tse lefu? wena lefu, lokisa mahloko a hao! Wena lebitla, tjhorisa motsu wa hao! Ha ke na ho ba le kutlwelobohloko! Leha a ka atleha hara bana babo, moya o hlahang botjhabela o tla tsoha, moya o tswang ho Morena o tsohe lehwatateng; mohlodi wa Efraime o tla nyamela, sediba sa hae se kopotsang ebe se a psha. Matlo a polokelo ya hae a tla lobelwa, matlotlo wohle a bohlokwa a haptjwe. Samaria e tla fumana kotlo, hobane e fetohetse Modimo wa yona. Baahi ba yona ba tla bolawa ka sabole, masea a bona a pshatlanngwe fatshe, baimana ba bona ba tabolakwe dimpa.” Wena Iseraele, kgutlela ho Morena, Morena Modimo wa hao, hobane o wele ka baka la bokgopo ba hao. Itokisetseng tseo le tla di bua, le kgutlele ho Morena, le re ho yena: “Ako re tshwarele bokgopo bohle ba rona, mme thapedi ya rona o e amohele. Bakeng sa ho nyehela ka mahlabelo a dipohwana, re tla o boka ka melomo ya rona. Asiria e ke ke ya re pholosa, ha re sa tla palama dipere tsa ntwa. Tse entsweng ka matsoho a rona re ke ke ra hlola re re ke medimo ya rona, hobane kgutsana e utlwelwa bohloko ke wena.” Jwale Morena o re: “Bokwenehi ba bona ke tla bo fedisa, ke ba rate ka rato lohle la pelo ya ka, hobane kgalefo ya ka e ba fapohile. Ho Iseraele ke tla ba jwaloka phoka, Iseraele o tla thunya sa mohaladitwe, a mele metso sa kedare ya Lebanone. Makala a hae a tla hlomela, a thathalle, a kgahlehe jwaloka fate sa mohlwaare, a nkge hamonate sa kedare ya Lebanone. Ba tla boela ba dula moriting wa sona, ba leme mabele, ba a tjhaye haholo, ba etse dithunthung jwaloka fate sa morara, botumo ba bona e ke ba veine ya Lebanone. Ekaba Efraime o sa tla etsang ka medingwana? Ke mo utlwile, ke tla be ke mo lebele. Nna ke ka sefate sa kipere, fate se setalana, ke ka thuso ya ka o behang ditholwana.” Ya bohlale ke mang? Tsena o tla di hlokomela. Ya masene ke mang? Yena o tla di utlwisisa. Ditsela tsa Morena di nepahetse, ba lokileng ba tla tsamaya ka tsona, baetsadibe ba kgothometsehe ho tsona. Lena ke lentswe la Morena le ileng la fihla ho Joele, mora wa Petuele: Lona maqheku mamelang mona! Lona baahi bohle ba naha, sekehang tsebe! Na mehleng ya lona ntho e tjee e kila bonwa? Mehleng ya bo-ntata lona teng e kila bonwa? Lona le e phetele bana ba lona; bona ba e phetele ditloholo tsa lona; tsona di e phetele ditloholwana tsa lona. Ditsie tsa fihlellana ka mekgahlelo: wa pele wa eja dijalo, wa siya, wa bobedi wa eja, le wona wa siya, wa boraro wa eja, le wona wa siya, wa bone wa eja, wa kokona tsohle. Lona matahwa, tsohang le lle! Lona bohle ba nwang veine, bokollang, le lle, le llele veine e ntjha, hoba le e amohilwe le le kgatheng la ho e latswa. Tjhaba ke seo se futuhela naha ya heso, ke tjhaba se matla, palo ya sona ke boiyane; meno a sona ekare a lekakuba, mekwetsepe ya sona ekare ya tauhadi. Fate tsa ka tsa morara se se se di sentse, tsa feiye tsona sa di ebola makgapetla, sa a ebola, sa a lahlela hole, makala a tsona a sala a sweufetse. Bokollang sa ngwetsana e apere tse mahwashe, e bokollela mohatsa yona wa matswathaka. Nyehelo ya dijo le ya dino e fedisitswe ka Tempeleng, ka Tempeleng ya Morena. Baprista ba aparetswe ke bofifi, bona baprista ba sebeletsang Morena. Masimo a lobetswe, a senyehile, naha e omeletse, e se le sekaka, mabele a lobetswe, a senyehile, veine e ntjha ha e sa ritelwa, ole le yona ha e sa fumanwa. Lona balemi, nyahamang dipelo! Lona ba lemang morara, bokollang! Bokollelang koro, le bokollele harese, hoba kotulo e senyehetse masimong. Fate tsa morara di se di omeletse, fate tsa feiye tsona di ponne, fate tsa kgarenate, tsa palema le tsa diapole: Difate tsohle tsa naha di omeletse. Ruri batho ba feletswe ke monyaka. Lona baprista, aparang tse mahwashe, le lle! Lona basebeletsi ba aletare, bokollang! Tloong, le lale le apere, le apere tse mahwashe, lona basebeletsi ba Modimo wa ka, hoba nyehelo ya dijo le ya dino e fedisitswe ka Tempeleng, ka Tempeleng ya Modimo wa lona. Kgethang letsatsi la ho itima dijo, le meme phutheho e halalelang. Phuthang maqheku le baahi bohle ba naha, ba phuthehele ka Tempeleng ya Morena, ya Morena Modimo wa rona: bohle ba meketso, ba ipiletse ho Morena. A letsatsi le tshabehang! Tsatsi la Morena le se le le haufi! Le tla tla e le tsatsi la timetso e tswang ho Ya Matla wohle. Na dijo ha di a senyeha re ntse re di shebile? Ka Tempeleng ya rona thabo le monyaka di kae? Peo e bolelletse katlasa makwete, mediko e senyehile, disiu di tabohile, hobane mabele le wona a phutsitse. Diphoofolo di dumaela habohloko! Mehlape ya dikgomo e a diila, e hloka makgulo; mehlape ya dikgutshwane le yona e a tsherema. Oho, Morena, ke ipiletsa ho wena, hobane hlaha e tjhesitse makgulo a lehwatata, fate tsohle le tsona tsa tjhella hara dithota. Dibatana tsa naha di a o bokollela, hobane metsi a dinoka a pshele pshi! Hlaha e tjhesitse le makgulo a lehwatata. Letsang lenaka le le Sione, le hlabe mokgosi thabeng ya ka e halalelang! Baahi bohle ba naha ba thothomele, hobane letsatsi la Morena le atametse, tsatsi la Morena le se le le haufi. Ke tsatsi la lefifi la bo-nka-ntjana, tsatsi le phetheselang maru, maru a matshomatsho! Lebotho le leholo, le matla, le a tla, le tla hlaha sa mafube dithabeng; le kaalo ka lona ha le eso ka le bonwa, e bile le kaalo ha le sa tla bonwa. Kapele ho lona hlaha e a tjhesetsa, kamorao ho lona ho tuka malakabe. Kapele ho lona naha e ka tshimo ya Edene, kamorao ho lona naha e sala e le nanaola; le a fiela, ha le siye le letho. Ho ropoha ha lona ho tshwana le ha dipere, le matha sa dipere, sa pere tsa ntwa di kgema; le laqoma hodima ditlhoro tsa dithaba, lerata la lona e ka la kariki tsa ntwa, e ka la mollo o qhoma, o tjhesa matlakala, e ka la diqhobane di eme thekong ya ntwa. Ha tjhaba di le bona e ba di a tlallwa, fahleho tsohle di pudufale. Le kgoroha jwaloka bahale, le hlwa marako sa bahlabani. Le tsamaya le tobile pele feela, theko ya lona e entse lekaka. Ha le tsamaya ha le theselane ka ditswe, mohlabani ka mong o tsamaya a tobile pele feela. Le a fohla, le itukubetse hara marumo, ha ho letho le ka le emang kapele. Le feresa motse, le mathe hodima marako, le hlwelle le kahodima matlo, le kene ka difesetere se ka mashodu. Ha botho lena le kgoroha, fatshe le a reketla, mahodimo le wona a tsukutlehe; letsatsi le kgwedi di a fifala, dinaledi di kgaotse ho phatsima. Morena o kgaruma a eteletse mabotho a hae pele, hoba mabotho a hae e hlile ke boiyane; ke dinatla, a phetha taelo ya hae. Letsatsi la Morena le leholo, le leholo le bile le a tshabeha! E be ke mang ya ka le mamellang? “Hona jwale,” ho rialo Morena, “kgutlelang ho nna ka pelo tsa lona tsohle, ka ho itima dijo, ka meokgo le ka dillo.” Pelo tsa lona di ke di swabe, ho ena le ho hahola diaparo tsa lona. Kgutlelang ho Morena, Morena Modimo wa lona, hobane o mosa, o mohau, o dieha ho halefa, o tletse lerato, o hauhela ba etsang bokgopo. Mohlomong Morena a ka nna a hauha, a boela a le hlohonolofatsa, a le fa dijo le dino tsa ho nyehella Morena, Morena Modimo wa lona. Letsang lenaka le le Sione, le kgethe letsatsi la ho itima dijo, le meme phutheho e halalelang. Bokellang setjhaba se kgobokane, le meme phutheho e halalelang; phuthang maqheku le phuthe bana, le phuthe le masea a anyesang. Monyadi a tswe ka kamoreng ya hae, monyaduwa a tswe ka leqatheng la hae. Pakeng tsa lethule, lethule la Tempele le aletare, baprista, bahlanka ba Morena, ba lle, ba re: “Hauhela tjhaba sa hao, Morena; tjhaba sa hao se se fetohe sekgobo, sa fetoha sesomo hara baditjhaba, esere baditjhaba ba se soma, ba re: O kae Modimo eo wa bona? ” Morena a boulela naha ya hae, setjhaba sa hae a se hauhela. Morena a araba tjhaba sa hae, a re: “Bonang, ke tla le fa tjhai e ngata, le tjhaye koro le veine le ole, le je, le be le di shebe feela, baditjhaba ba se hlole ba le etsa sesomo. “Ke tla leleka lebotho le tswang leboya, ke le lelekele naheng e ommeng, naha ya matswatlare, sehlooho sa lona se lebe watleng le ka botjhabela, serao se lebe watleng le ka bophirima. Ditopo tsa lona di tla nkga, di nkge di re phu! Seputa sa tsona se etse sehou, hobane lebotho leo le entse tse kgolo.” Wena lefatshe, se ke wa tshaba letho; thaba, mme o nyakalle, hobane Morena o entse tse kgolo. Lona dibatana tsa naha, se tshoheng letho, hobane makgulo a lefeella a ba matalana; fate se beha ditholwana tsa sona: Fate sa feiye le sa morara di beha haholo. Lona bana ba Sione, thabang, le thabele Morena Modimo wa lona; o le neseditse dipula hobane a lokile, a le nesetsa pula tsa ditlwebelele, pula tsa selemo le tsa hwetla jwaloka pele. Diotlo tsa lona di tla tlala mabele, merifi e kgaphatsehe veine le ole. “Ke tla le buseletsa, ke le buseletse se senyehileng, se jelweng ke ditsie ka dilemo tse ngata; sa jewa ke mekgahlelo ya ditsie, ya se ja, ya se kokona sohle; lebothohadi leo ke le neeletseng ka lona. Lona le tla ja le be le di shebe feela, le nto boka Morena Modimo wa lona, yena ya le etseditseng tse kgolo. Tjhaba sa ka se ke ke sa hlola se tlontloloha! Le tla tseba hore ke na le Baiseraele, le hore nna Morena ke Modimo wa lona, ebile ha ho modimo e mong; tjhaba sa ka se ke ke sa hlola se tlontloloha!” “Etlare hoba tsena di phethahale, ke theolele Moya wa ka hodima batho bohle; bara le baradi ba lona ba tla porofeta, bannabaholo ba lona ba tla lora ditoro, bahlankana ba lona ba tla bona dipono. Le hodima bahlanka ba ka le makgabunyane a ka ke tla theolela Moya wa ka matsatsing ao. Ke tla etsa dimakatso hodimo, lehodimong, le mehlolo fatshe, lefatsheng: madi, le mollo, le mouwane wa mosi. Letsatsi le tla fifala, kgwedi e tla ba kgubedu jwaloka madi, pele letsatsi le leholo la Morena, le kgethehileng, le fihla. Mang le mang ya tla rapela Morena o tla pholoswa, hobane Thabeng ya Sione, motseng wa Jerusalema, pholoho e tla ba teng, jwalokaha Morena a boletse, bakeng sa masalla ao Morena a a bitsang. “Bonang, ka matsatsi ao, ka yona nako eo, ke tla atlehisa ba Juda le ba Jerusalema. Ke tla phutha ditjhaba tsohle, ke di theolele ka Kgohlong ya Jehoshafate, ke di ahlolele hona kateng, ka baka la setjhaba sa ka, setjhaba sa ka sa Iseraele, hobane di ile tsa se qhalanyetsa hara baditjhaba, tsa arola naha ya ka dikotokoto. Di ile tsa laola setjhaba sa ka ka lotho, tsa ananya moshanyana ka seotswa, tsa reka veine ka ngwanana, hore di tle di e nwe. “Wena Tire, le wena Sidone, le lona dibaka tsohle tsa Filesitiya, e ka ba le mpatlang? Le tla mpuseletsa ka eng? Haeba le tla mpuseletsa, seo le se entseng ke tla le buseletsa sona ka potlako. Le nkile silefera ya ka le kgauta ya ka, la isa matlotlo a ka a bohlokwa ka ditempeleng tsa lona. Le rekisitse baahi ba Juda le ba Jerusalema ho Bagerike, e le hore le ba ise hole le naha ya habo bona. “Bonang, ke tla ba kgutlisa dibakeng tsohle tseo le ba rekisitseng ho tsona, ke phetetse seo le se entseng. Ke tla rekisa bara le baradi ba lona ho setjhaba sa Juda, mme sona se tla ba rekisetsa Basheba, e leng setjhaba se hole,” ho rialo Morena. “Phatlalletsang ditjhaba hona, le re: Hlomellang ntwa! Bitsang bahale! Bahlabani bohle ba ke ba atamele, ba atamele, ba tlo futuha! Kgobang mehoma ya lona, le etse disabole; leotsang disekele tsa lona, le etse marumo! Ya fokolang a ke a re: “Nna ke mohale!” Lona ditjhaba tsohle, phallang, kgobokanang, le phuthehele ka Kgohlong! ” Morena, laola bahale ba hao ba theohe. “Ditjhaba di ke di itokise, di theohele ka Kgohlong ya Jehoshafate; ke tla dula kateng, ke di ahlole, ke ahlole tjhaba tsohle tse phuthehileng. Akgelang sekele, hobane mabele a butswitse. Tloong, le tlo hatakela morara, hobane setlhotlelo sa morara se tletse; merifi e tletse, e a kgaphatseha, hobane bokgopo ba tsona bo totile!” Matshweletshwele a sa le ka Kgohlong ya Kahlolo! Letsatsi la Morena le haufi, le atametse, tsatsi la ho theohela ka Kgohlong ya Kahlolo. Letsatsi le kgwedi di tla fifala, dinaledi le tsona di ke ke tsa phatsima. Morena o tla puruma a le Sione, a thwathwaretse a le Jerusalema, mahodimo le lefatshe di reketle. Morena ke setshabelo sa tjhaba sa hae, ke qhobosheane ya tjhaba sa Iseraele. “Kahoo le tla tseba hore ke nna Morena, Morena Modimo wa lona, ya ahileng Sione, thabeng ya ka e halalelang; Jerusalema e tla ba sebaka, baka se kgethehileng, baditjhaba ba ke ke ba hlola ba feta kahara yona. “Mohla tsatsi leo, thaba di tla rothisa veine, maralla wona a kopotse lebese; melatswana yohle ya Juda e phalle metsi. Sediba se tla kolla ka Tempeleng ya Morena, se kolle, se nwesetse Kgohlo ya Shitime. “Egepeta e tla fetoha nanaola, Edomo yona e fetohe lefeella, hobane tjhaba sa Juda se ile sa hlekefetswa, madi a sona a tshollwa a se na molato. Naha ya Juda e tla ba le baahi kamehla yohle, Jerusalema e be le baahi ba meloko yohle. Ke tla tshwarela tjhaba sa ka, ke se tshwarele dibe tsa sona, dibe tseo ke neng ke eso se tshwarele tsona. Nna Morena, ke tla aha Sione!” Tsena ke dipolelo tsa Amose, e mong wa badisa ba dinku ba Tekowa. Ke dipolelo tseo a ileng a di senolelwa mabapa le Iseraele. E ne e le mehleng ya puso ya Usiya, kgosi ya Juda, le mehleng ya puso ya Jeroboame, mora wa Jehowashe, kgosi ya Iseraele, e le ha ho setse dilemo tse pedi tshisinyeho ya lefatshe e eba teng. Yaba Amose o re: “Morena o puruma a le Sione, o thwathwaretsa a le Jerusalema; makgulo a badisa a a omella, tlhoro ya Karamele yona e a pona.” Morena o bua tjena: “Baahi ba Damaseka ba ntshitetswe ka makgetlo a se na palo, kahoo ha nka ke ka ba tshwarela; ba siditse Gileade ka dilei, ka dilei tse nang le meno a tshepe. Ntlo ya Hasaele ke tla e tjhesa, matlo a dikwele tsa Bene-Hadade ke a timetse. Ke tla roba mekwallo ya kgoro tsa Damaseka, ke timetse ba ahileng ka Kgohlong ya Afene, le ya tshwereng lere la puso, puso ya Bete-Edene baahi ba Arame ba thopelwe Kire,” ho rialo Morena. Morena o bua tjena: “Baahi ba Gasa ba ntshitetswe ka makgetlo a se na palo, kahoo ha nka ke ka ba tshwarela; ba thopile setjhaba, ba se thopa kaofela ha sona, ba se rekisetsa Baedomo hore e be makgoba. Marako a Gasa ke tla a tjhesa, matlo a dikwele tsa yona ke a timetse. Ke tla timetsa baahi ba Ashedode, le ya tshwereng lere la puso, puso ya Ashekelone; motse wa Ekerone ke tla o otla, masalla wohle a Bafilesita ke a timetse,” ho rialo Morena Modimo. Morena o bua tjena: “Baahi ba Tire ba ntshitetswe ka makgetlo a se na palo, kahoo ha nka ke ka ba tshwarela; ba thopetse setjhaba kaofela Edomo, ba sa llelane letsetse sa bana ba motho. Marako a Tire ke tla a tjhesa, matlo a dikwele tsa yona ke a timetse.” Morena o bua tjena: “Baahi ba Edomo ba ntshitetswe ka makgetlo a se na palo, kahoo ha nka ke ka ba tshwarela. Ba manakisitse bana babo bona, ba ba manakisa ka sabole, ba ba manakisa ba se na mohau, ba pheella kgalefong ya bona, bohale ba bona ba tuka malakabe, ba tuka sa malakabe a sa time. Motse wa Temana ke tla o tjesa, matlo a dikwele tsa Bosera ke a timetse.” Morena o bua tjena: “Baahi ba Amone ba ntshitetswe ka makgetlo a se na palo, kahoo ha nka ke ka ba tshwarela. Ba tabotse baimana ba Gileade, ba ba tabola dimpa, ba tle ba atolose meedi ya bona. Marako a Raba ke tla a tjhesa, matlo a dikwele tsa yona ke a timetse, hara mokorotlo, mohla tsatsi la ntwa, hara lehoduotswana, mohla tsatsi la sefefo. Kgosi ya Amone e tla thopuwa, Yona le mahosana a yona kaofela,” ho rialo Morena. Morena o hua tjena: “Baahi ha Moabe ba ntshitetswe ka makgetlo a se na palo, kahoo ha nka ke ka ba tshwarela; ba tjhesitse masapo, masapo a kgosi ya Edomo, ba a tjhesa a ba a fetoha molora! Naha ya Moabe ke tla e tjhesa, matlo a dikwele tsa Keriote ke a timetse. Moabe e tla timela ho le morusu, ho le mokorotlo, ho lla lenaka. Mmusi wa Moabe ke tla mo timetsa, ke mmolaye le mahosana a hae kaofela,” ho rialo Morena. Morena o bua tjena: “Baahi ba Juda ba ntshitetswe ka makgetlo a se na palo, kahoo ha nka ke ka ba tshwarela. Ba furaletse Molao wa Morena, ha ba a boloka ditaelo tsa hae; ba kgelositswe ke medingwana bona, eo bo-ntata bona ba neng ba e sebeletsa. Naha ya Juda ke tla e tjhesa, matlo a dikwele tsa Jerusalema ke a timetse.” Morena o bua tjena: “Baiseraele le bona ba ntshitetswe ka makgetlo a se na palo, kahoo ha nka ke ka ba tshwarela. Ya lokileng ba mo rekisa tjhelete, mofutsana ba mo rekise meqathatso. Ba fokolang ba ba hatakela dihlooho, ba hatakelle hlooho tsa bona leroleng, batlatlapuwa ba ba hlokele toka. Mora le ntatae ba kopanela seotswa, bitso la ka le halalelang ba le hlompholle jwalo. Kathoko ho aletare tsohle ba a robala, ba robale ka kobo tse beilweng paneng. Ka Tempeleng ya Modimo wa bona ba nwela veine eo ba lefilweng ka yona. Ke ne ke timetse Baamore ba le thibetse tsela, leha ba ne ba le balelele, ba le balelele sa dikedare, ba le matla sa difate tsa dieike. Tholwana tsa bona ka di fedisa, le metso ya bona ka e fothola. Ke ne ke le ntshe, ka le ntsha naheng ya Egepeta, ka le ntsha, ka le tsamaisa lehwatateng, ka le tsamaisa ka lemo tse mashome a mane, ho ya le nea naha ya Baamore. Hara bara ba lona ka hlahisa baporofeta, hara bahlankana ba lona ka hlahisa bakgethwa. Na ha ho jwalo, lona tjhaba sa Iseraele?” ho rialo Morena. “Empa bakgethwa le ba nwesitse veine, la ba la hanela baporofeta, la ba hanela ho porofeta. “Bonang, ke tla le ripitla, ke le pidile sa koloi e qeqeketse haholo. Ba lebelo ba ke ke ba phonyoha, matla a diqhobane a ke ke a di thusa, le mohlabani a ke ke a ipholosa. Ya fulang ka motsu a ke ke a ema, mohlabani ya lebelo a ke ke a phonyoha, le mopalami a ke ke a ipholosa. Le bahale ba bahale ba tla baleha, ba balehe ba le poosho mohla tsatsi leo,” ho rialo Morena. Lona Baiseraele, mamelang seo Morena a le bolellang sona, lona setjhaba sohle seo a se ntshitseng naheng ya Egepeta: “Hara ditjhaba tsohle tsa lefatshe, ke lona feela ke ileng ka le kgetha; ka baka leo, ke tla le otla, ke le otlele makgopo a lona, makgopo a lona kaofela.” Na ba babedi ba ka tsamaisana tsela ba sa ka ba dumellana ho etsa jwalo? Na tau e ka puruma hara moru, ya puruma e sa bolaya nyamatsane? Na tawana e ka rora ka selaong sa yona, ya rora ho se seo e se tshwereng? Na nonyana e ka tshwaswa ke leraba, la e tshwasa le sa tjhehwa ke motho? Na sefi se ka raha mokgwephetsane, ho se letho le thetsitseng mokgwephetsane? Ha lenaka le palaola hara motse na setjhaba ha se ke se thothomela? Ha koduwa e wela motse hodimo, na hase Morena ya tlisitseng koduwa eo? Ruri Morena Modimo ha a ke a etsa letho a eso senole morero wa hae, a o senolela bahlanka ba hae, bahlanka ba hae, baporofeta. Jwale tau e se e purumile; ya ke keng a tshoha ke mang? Morena Modimo o se a buile; ya ke keng a porofeta ke mang. Hlabang mokgosi, le o hlabele matlo a dikwele, dikwele tsa Ashedode, le o hlabele le a Egepeta, le re: “Phuthehelang dithabeng, thabeng tsa Samaria, le bone meferefere e kahara motse, le bone kgatello e hara baahi ba wona. “Ba bokellang qhoqha, ba bokelle kgapo, ba e bokelle ka matlung a dikwele tsa bona, ha ba tsebe ho etsa ho nepahetseng,” ho rialo Morena. Ka baka leo, Morena Modimo o re: “Sera se tla futuhela naha, se e futuhele kahohle, marako a lona a tshireletso se a heletse, matlotlo a matlo a dikwele tsa lona se a hahare.” Morena o bua tjena: “Jwalokaha modisa a hlotha hanong la tau meomo e mmedi feela kapa ntlhana ya tsebe, Baiseraele le bona ba tla pholoswa jwalo, bona ba phelang naheng ya Samaria, motho a nkile tsekana sa moalo wa hae, kapa a nkile otwana la setulo sa hae. “Mamelang, mme bopaki ba lona bo qose ntlo ya Jakobo,” ho rialo Morena, Morena Modimo wa mabotho. “Mohla ke otlang Baiseraele, ke ba otlela dibe tsa bona, ke tla heletsa dialetare, aletare tsa Bethele; manakana a aletare a tla kgaolwa, a kgaolwe, a be a wele fatshe. Ntlo e dulwang mariha ke tla e heletsa, ke heletse le e dulwang hlabula; matlo a kgabisitsweng, a kgabiswa ka manaka a tlou, a tla heletswa, mehohoma ya matlo e fetohe masupi,” ho rialo Morena. Lona basadi ba Samaria, mamelang mona! Lona ba kang tswetse tsa Bashane, tswetse tse alohelang thabeng ya Samaria; lona ba hatellang mafutsana, le ripitle bahloki, lona ba reng ho banna ba lona: “Tlisang jwala, re nwe!” Morena Modimo ya halalelang o hlapantse ka lebitso la hae, a re: “Bonang, matsatsi a tla tla, ao ka wona le tla tloswa ka kgwathatha; le ba ho qetela hara lona, ba tloswe, ba hulwa ka dilope. Le tla tswa ka dikgeo tsa marako, le tswe ka bonngwe le kolokile, le tswe, le yo lahlelwa Heremone,” ho rialo Morena. “Kaha le rata ho etsa sebe tloong Bethele; kaha le rata ho se atisa tloong Gilegale. Mahlabelo a lona le a nyehele ho tloha hoseng, diabo tsa lona le di ntshe ka tsatsi la boraro, le di ntshe ka tsatsi la boraro ka leng. Etsang nyehelo ya lona ya teboho, le e etse ka bohobe bo lomositswe; phatlalatsang dinyehelo tsa lona, nyehelo tsa lona tsa boithaopo, le di phatlalatse pontsheng ya bohle, le ithorise ka tsona, lona Baiseraele, hoba hona le hlile le rata ho ho etsa,” ho rialo Modimo wa mabotho. “Metseng yohle ya lona ke le bolaisitse sekoboto, le metsaneng yohle ya lona bohobe ka bo qephisa, leha ho le jwalo ha le a ka la kgutlela ho nna,” ho rialo Morena. “Kgwedi di sa le tharo ho eso kotulwe, ha ke a ka ka le nesetsa pula; motse o mong ka o nesetsa pula, o mong wona ka se ke ka o nesetsa pula; tshimo e nngwe ya nelwa ke pula, e nngwe yona ya e hloka, ya omella. Baahi ba metse e mmedi, e meraro, ba phaila, ba ya motseng o le mong, ba phaila jwalo ba ilo nwa metsi; ba a nwa, empa ba se ke be ba kgolwa; leha ho le jwalo ha le a ka la kgutlela ho nna,” ho rialo Morena. “Ka le otla, ka senya dirapa tsa lona, ka senya masimo a lona a morara, ka a senya ka phori le ka boroku. Ditsie tsa kokona difeiye le mehlwaare ya lona, leha ho le jwalo ha le a ka la kgutlela ho nna,” ho rialo Morena. “Ka le otla ka mafu a sewa, ka le otla sa mohla ke otlang Egepeta. Bahlankana ba lona ka ba bolaya ka sabole, ka bolaya le dipere tsa lona, pere tse hapilweng. Seputa se ka diahelong tsa lona sa le nkgela, leha ho le jwalo ha le a ka la kgutlela ho nna,” ho rialo Morena. “Ka timetsa le metse ya lona, ka e timetsa sa mohla Sodoma le Gomora; la phonyoha sa fatsa le tshotswe mollong, leha ho le jwalo ha le a ka la kgutlela ho nna,” ho rialo Morena. “Kahoo, wena Iseraele, ke tla o etsa sena: Erekaha ke tla o etsa jwalo, itokisetse ho ema kapele ho Modimo, kapele ho Modimo wa hao, wena Iseraele.” Ke yena ya theileng dithaba, a ba a bopa le meya. O senolela motho mehopolo ya hae, a fetole meso, a e etse lefifi. O tsamaya a phahametse lefatshe, lebitso la hae ke Morena, Morena, Modimo wa mabotho. Lona ba ntlo ya Iseraele, mamelang! Ena ke kodi-ya-malla eo ke e binelang lona: “O wele Morwetsana, Iseraele, o wele, a ke ke a hlola a tsoha; o lahlilwe kgerehlwa naheng ya habo, O lahlilwe, ha ho ya mo tsosang.” Morena Modimo o bua tjena: “Motse wa Iseraele o futuhang ka bahlabani, bahlabani ba le sekete, o tla sallwa ke ba lekgolo feela; motsana o futuhang ka ba lekgolo, o tla sallwa ke ba leshome feela.” Morena o bua tjena ho ba ntlo ya Iseraele, o re: “Mpatleng, le tle le phele. Le se mpatle Bethele, le Gilegale le se kene, leha e le ho fetela Beeresheba, hoba Gilegale e tla fela e thoptjwe, Bethele yona e fetohe nanaola.” Batlang Morena, le tle le phele, esere a ikakgela kahara ntlo ya Josefa, a ikakgela sa mollo o tjhesa Bethele, o tjhesa Bethele, ho se ya ka o timang. Le madimabe lona ba sothang toka, ba e sothang, ba e fetole leshokgwa. ba e fetole, ba lahlele ho loka fatshe! Ya entseng Selemela le Makolobe, a fetola lefifi a le etsa meso, a fifatsa motsheare a o etsa bosiu, a bitsa metsi a lewatle a a nesa hodima lefatshe, lebitso la hae ke Morena. O dihela koduwa hodima dinatla, motse o haheleditsweng a o fetole lesupi. Le hloile ya lwanelang toka, a e lwanela ka makgotleng, le bile le nyedisa ya buang nnete. Kaha le hatakela mofutsana, le mo qobelle ho le fa mabele a hae, le ke ke la dula kahara matlo le a hahile, le a hahile ka majwe, le a betlile; le masimo a morara o motle le a lemme, empa le ke ke la nwa veine ya wona! Ke tseba palo ya ditlolo tsa lona, le boholo ba dibe tsa lona ke a bo tseba: Le tuba ya lokileng, le tjotjo le e amohele, ha le ahlolele mofutsana ka toka makgotleng. Mohlang oo ya bohlale o tla ikgutsetsa, hobane mehla e tla ba e le e mahlonoko. Batlang tse molemo e seng tse kgopo, e le hore le tle le phele; ke moo Morena Modimo wa mabotho, a tla ba le lona jwalokaha le bolela. Hloyang bokgopo, le rate tse molemo, ka makgotleng le ahlole ka toka, mohlomong Morena, Morena Modimo wa mabotho, a ka hauhela masalla a Josefa. Ka baka leo, Morena Modimo wa mabotho, o bua tjena: “Ho tla utlwahala diboko ditseleng kahohle, le dillo tsa mahlomola mabaleng wohle a motse. Balemi ba tla memelwa ho tla lla, ba tsebang kodi-ya-malla ba bokolle. Masimong wohle a morara ho tla lluwa, hoba ke tla feta kahara lona,” ho rialo Morena. Ho madimabe lona ba hlolohetsweng tsatsi la Morena! Ke hobaneng le hlolohetsweng tsatsi la Morena? Tsatsi leo e tla ba la lefifi, ha e na ho ba tsatsi la lesedi! Ho tla ba jwalokaha motho a baleha tau, ere a e baleha a kgahlane le bere; kapa jwalokaha a kena ka tlung, ere a phopholetsa leboteng a longwe ke noha. Na tsatsi la Morena ha e tlo ba la lefifi, la lefifi le letsho, la bo-nka-ntjana? “Mekete ya lona ya borapedi ke e hloile, ke bile ke a e nyonya; le phutheho tsa lona ha ke di thabele. Leha le ka nketsetsa dinyehelo tsa setjheso, la ntlisetsa le dinyehelo tsa dijo, tsena nke ke be ka di amohela. Leha le ka nketsetsa dinyehelo tsa teboho, la nketsetsa tsona ka dinonneng tsa lona, le tsona nke ke be ka di tadima. Lerata la dipina tsa lona le ke le fele! Mmino wa harepa tsa lona o a ntena! Empa toka e ke e phalle, e phalle jwaloka noka, ho loka ho ke ho be jwaloka molatswana, ho ke molatswana o phallang kamehla. “Lona ba ntlo ya Iseraele, na le nnyeheletse ka tse hlabilweng, la nketsetsa le tsona dinyehelo ka lemo tse mashome a mane, la di etsa lehwatateng? Le ile la jara Sikute, kgosi ya lona, le Kiune, modingwana wa lona, le modingwana wa lona wa dinaledi, e leng eo le iketseditseng yona. Kahoo ke tla le fallisa, ke le fallisetse ka nqane ho Damaseka,” ho rialo Morena, lebitso la hae ke Modimo wa mabotho. Lona ba iketlileng le le Sione le madimabe, le lona ba tshabetseng thabeng tsa Samaria; lona baetapele ba tjhaba se kapele ho tse ding, bao ntlo ya Iseraele e phallelang ho bona! Eyang motseng wa Kalene le yo bona; le tlohe moo, le fetele Hamate e kgolo, le nto theohela motseng wa Bafilesita wa Gate! Na mebuso eo le e feta ka letho? Na naha ya yona e kgolo ho feta ya lona? Ha le dumele hore tsatsi la koduwa le haufi, empa ketso tsa lona di a le atametsa, di atametsa puso e sehloho! Le paqama mealong e kgabisitsweng, e kgabisitsweng ka manaka a tlou; le kakalla tulong tsa lona, tulong tse butshabutsha, le ja nama ya dikonyana e bonojwana, le je le ya manamane a nontshitsweng. Le letsa harepa tsa lona jwaloka Davida, pina tsa diletsa le di qapele seemeng. Veine ya lona le e nwa ka mopotjwana, le itlotse ka ditlolo tsa bohlokwa, empa ha le llele ho timetswa ha Josefa. Kahoo ke lona ba pele ba tla thopuwa, mekete ya lona ya dijo e tla fela. Morena Modimo o se a ikanne, Morena Modimo wa mabotho, o re: “Ke nyonya boikakaso ba Jakobo, ke hloile matlo a bokwele a hae; ke tla neelana ka motse ona, ke neelane ka tsohle tse ho wona.” Haeba ho ka sala banna ba leshome ka tlung e le nngwe, le bona ba tla shwa. Leha e mong wa bona, ya tshwanelang ho tjhesa ditopo, a ka tla di ntsha ka tlung, mme a botsa eo ebang o ntse a ipatile motsheo, a re: “Na ho sa na le e mong kantle ho wena?” Eo a araba, a re: “Tjhe!” Ke moo eo a tla re: “Thola! Ha re a tshwanela ho bitsa lebitso la Morena.” Morena ke yena ya laelang: Ntlo e kgolo o tla e pshatlaka, e nyenyane le yona a e thuake. Na dipere di ka matha mafikeng? Na pholo di ka lema lewatleng? Empa lona toka le e fetotse tjhefo, tholwana ya ho loka la e fetola leshokgwa. Lona ba thabelang Lo-Dabare, lona le re: “Na ha re a ikgapela Karanaime, ra ikgapela yona ka matla a rona?” Morena Modimo wa mabotho o re: “Lona Baiseraele, ke tla le phepheletsa setjhaba, se le hatelle ho tloha Kgalong la Hamate, se le hatelle ho ya fihla Kgohlong ya Araba.” Sena ke seo Morena Modimo a ileng a mpontsha sona: Ha ho se ho hetswe karolo ya jwang, eo e leng ya kgosi, jwang bo qala ho hloma hape, Morena a hlahisa boiyane ba ditsie. Ha ditsie di kokonne naha yohle, ke ile ka howeletsa, ka re: “Morena Modimo, hauhela Jakobo hle! A ka phonyoha jwang? O sa le monyenyane haholo!” Yaba Morena o a hauha, o re: “Sena se ke ke sa etsahala,” ho rialo Morena. Sena ke seo Morena a ileng a boela a mpontsha sona: Morena Modimo o ne a itokisetsa ho tla ahlola ka mollo, mme mollo o ile wa pshesa madiba a mawatle, wa tjhesa naha. Ke ha ke tla howeletsa, ke re: “Oho, Morena Modimo, ako kgaotse hle! Jakobo a ka phonyoha jwang? O sa le monyenyane haholo!” Yaba Morena Modimo o a hauha, o re: “Le sena se ke ke sa etsahala,” ho rialo Morena Modimo. Morena a boela a mpontsha sena: Morena o ne a eme pela lerako le hahilweng hantle, le otlolohileng jwaloka kgwele e lekanyang, e neng e le letsohong la hae. Morena a mpotsa, a re: “Amose, o bonang?” Ka araba, ka re: “Ke bona kgwele e lekanyang.” Morena a re: “Bona! Ke tlilo bea kgwele e lekanyang hara setjhaba sa ka sa Iseraele; ha nka ke ka hlola ke se hauhela. “Dibaka tsa borapedi tsa Isaka, di tla heletswa, le dihalalelo tsa Iseraele di fetolwe masupi; ke tla futuhela ntlo ya Jeroboame, ke e futuhele ka sabole ya ka.” Yaba Amasiya, moprista wa Bethele, o romela ho Jeroboame, kgosi ya Iseraele, o re: “Amose o ntse a o rerela bora hona mona hara bana ba Iseraele. Naha ha e ka ke ya mamella puo tsena tsa hae. Amose o bua tjena: “ Jeroboame o tla bolawa, a bolawe ka sabole, ruri Baiseraele ba tla thopuwa, ba thopelwe hole, hole le naha ya habo bona. ” Yaba Amasiya o bua ho Amose, o re: “Tloha mona, senohe towe! Kgutlela naheng ya Juda kwana! Tsamaya o yo porofetela teng, ba tle ba o ngwathele! O se hlole o porofetela mona Bethele, hobane sena ke sehalalelo sa kgosi le tempele ya mmuso.” Amose a araba Amasiya, a re: “Ke ne ke se moporofeta kapa mora wa moporofeta, empa ke ne ke le modisana, ke bile ke hlokomela difate tsa feiye. Jwale Morena a mpitsa ke ntse ke alositse, a re ho nna: Eya, o yo porofetela setjhaba sa ka sa Iseraele. Jwale he, utlwa seo Morena a se bolelang. Wena o re: “ O se ke wa porofetela Iseraele, thutong ya hao o se ke wa nyatsa ntlo ya Isaka. ” “Ka baka leo, Morena o bua tjena: “ Mohatsa hao otla fetoha seotswa hara motse, bara le baradi ba hao ba bolawe ka sabole. Naha ya heno e tla arolelwa basele, wena o yo shwela naheng, naheng e silafetseng. Ruri Baiseraele ba tla thopuwa, ba thopelwe hole, hole le naha ya habo bona. ” Hape Morena Modimo a mpontsha sena: E ne e le seroto se tshetseng ditholwana tse butswitseng. A mpotsa, a re: “Amose, o bonang?” Ka mo araba, ka re: “Ke bona seroto se tshetseng ditholwana tse butswitseng.” Yaba Morena o re ho nna: “Nako ya ho fela ha setjhaba sa ka sa Iseraele e fihlile, mme ha nka ke ka hlola ke se hauhela. Mohlang oo,” ho rialo Morena Modimo, “dipina tse binwang ka tlung ya bokgosi di tla fetoha diboko. Ditopo tse ngatangata di tla rapalla kahohle, ho kgutsitse tuu!” Lona ba hatakelang bahloki, utlwang mona! Lona ba timetsang mafutsana, mafutsana a naha ena. Le ntse le re: “Kgwedi e ntjha e tla ya neneng fifing, re tswe re rekisa mabele a rona? Tsatsi la Sabatha le tla feta neneng, re tswe re bapatsa ka koro ya rona? Re ntse re fokotsa tekanyo re nyolla theko, re qhekella bareki ka dikala tsa rona tse sa nepahalang? Re reka mafutsana ka silefera, re ananya mohloki ka meqathatso, re rekisa koro le ditlhoka tsa yona?” Morena, yena eo Jakobo a ithorisang ka yena, o ikanne, a re: “Ha nka ke ka lebala le e nngwe ya diketso tsa bona. “Na naha yohle ha e na ho thothomela, le bohle ba ahileng ho yona ba bokolle? Naha yohle e tla kokomoha, e kokomohe jwaloka Nile, e be e nne e hlokolehe, e nto bohlela jwaloka noka ya Egepeta. “Mohlang oo,” ho rialo Morena Modimo, “Ke tla diketsa letsatsi hara mpa motsheare, fifi le kwahele lefatshe motsheare o moholo. Mekete ya lona e kgethehileng ke tla e fetola, ke e fetole, ke e etse ya bofifi, le dipina tsa lona tsohle e be kodi-ya-malla. Bohle ke tla ba apesa, ke ba apese tse mahwashe, ke ba kute, ke ba beole lekorana. Nako eo e tla ka ya ho lla, ho llela mora ya inotshi, qetello ya yona e ke tsatsi la mahlomola. “Matsatsi a a tla,” ho rialo Morena Modimo, “ao ka wona ke tla dihela naha ena sekoboto, e seng sekoboto sa ho hloka dijo feela, leha e le lenyora la ho nyorelwa metsi; e tla ba sa ho hlolohelwa lentswe la Morena, empa lentswe leo ha ba ka ke ba le utlwa. Batho ba tla lelera le mawatle wohle, ba phaqole ho tloha leboya ho ya botjhabela, ba ntse ba batla lentswe la Morena, empa ha ba ka ke ba le fumana. “Mohla tsatsi leo, pabala tsa barwetsana le tsa bahlankana, di tla akgeha, di akgehiswe ke lenyora. Ba hlapanyang ka medingwana ya Samaria, kapa ba reng: Ka modimo wa hao, ya phelang, wena Dane, kapa ba reng: Ka modimo ya phelang, modimo wa Beeresheba, ba tla wa, ba sa tlohlola ba tsoha.” Ka bona Morena a eme pela aletare, a re: “Pshatla hlooho tsa ditshiya, dikosene di sisinyehe, mathule a pshatlehele hodima hlooho tsa bohle, masalla wona ke tla a bolaya ka sabole; ha ho le ya mong ya tla baleha, ha ho le ya mong ya tla phonyoha. Leha ba ka phunyeletsa ho ya fihla Nqalong ya Bafu, tsoho la ka le tla ba ntsha hona moo. Leha ba ka nyolohela hodimo, hodimo mahodimong, le hona moo ke tla ba theola. Leha ba ka ipata tlhorong ya Karamele, ke tla ba tsoma, ke ba tshware hona moo. Leha ba ka ipatela nna ka mpeng ya lewatle, ke tla laela kganyapa e ba lomele hona moo. Leha dira tsa bona di ka ba thopa, ke tla laela hore ba bolaelwe moo, ba bolaelwe hona moo ka sabole. Ke rerile hore ke ba timetse, e seng hore ke ba thusetse.” Morena Modimo wa mabotho o ama lefatshe, a ame lefatshe, ebe le a qhibidiha, bohle ba phelang ho lona ebe ba a lla. Naha yohle e tla kokomoha jwaloka Nile, e nto bohlela jwaloka noka ya Egepeta. Yena eo leaho la hae le leng mahodimong, metheo ya lona o e hlomme hodima lefatshe; yena ya bokellang metsi a lewatle, a a bokelle, a a tshollele hodima lefatshe; lebitso la hae ke Morena. “Na lona Baiseraele, ho nna ha le ke Bakushe?” ho rialo Morena. “Na hase nna ya ileng a le ntsha naheng ya Egepeta, Bafilesita le bona ka ba ntsha Kafatore, Baarame bona ka ba ntsha naheng ya Kire? “Ruri Morena wa mabotho o tadimile mmuso ona o kgopo. Ke tla o timetsa hodima lefatshe lohle, empa ntlo ya Juda nke ke ka e timetsa kaofela,” ho rialo Morena. “Nna ke tla fela ke etse taelo, ntlo ya Iseraele ke e hlokole, ke e hlokole hara ditjhaba tsohle, ke e hlokole sa koro e hlokolwa ka sefe, empa ho se thollo le e nngwe e welang fatshe. Baetsadibe bohle ba setjhaba sa ka ba tla bolawa, ba bolawe ka sabole, ho bolawe le bohlebohle ba reng: Koduwa e ke ke be ya re kgaoletsa, e ke ke be ya re wela hodimo. ” “Mohlang oo ke tla tsosa ntlo ya Davida, ntlo e seng e wele. Dikgeo tsa marako a yona ke tla di thiba, dithako tsa yona le tsona ke di tsose, ke e hahe, e ntjhafale sa mohla monene; e le hore ba tle ba rue masalla a Edomo, le baditjhaba bohle ba bitswang ka lebitso la ka,” ho rialo Morena, yena ya tla etsa tsena. “Matsatsi a a tla,” ho rialo Morena, “ao ka wona ya kotulang a tla siuwa, ya kotulang a siuwe ke ya lemang; ya jalang le yena o tla siuwa, a siuwe ke ya tlhotlang morara. Veine e ntjha e tla kolla dithabeng, e phalle e kopotsa maralleng wohle. Ke tla kgutlisa tjhaba sa ka sa Iseraele, ke kgutlise tjhaba sa ka bothopuweng; se tla tsosa metse e se e le masupi, se e tsose, se phele ho yona. Se tla lema dirapa tsa morara, se di leme, se nwe veine ya wona; se tla lema dirapa, se je tholwana tsa tsona. Ke tla tsitsisa Baiseraele naheng ya bona, ke ba tsitsise, ba se hlole ba tloswa, naheng eo ke ba abetseng yona,” ho rialo Morena Modimo wa lona. Ena ke pono ya Obadiya. Morena Modimo o bua tjena ka Edomo: Re utlwile molaetsa o tswang ho Morena, leqosa le rometswe ho baditjhaba, le re: “Emang, re futuheleng Edomo!” “Wena Edomo, ke tla o nyenyefatsa, ke o nyenyefatse hara baditjhaba, ba tle ba o nyope, ba o nyedise. Boikgohomoso ba pelo ya hao bo o thetsitse, wena ya phelang mafarung, hara mafika, eo leaho la hao le leng hara dithaba, wena ya ithorisang ka ho re: Ke mang ya ka ntheolelang tlase?>*** Leha o ka fofela hodimo sa ntsu, wa haha hlaha sa hao, wa se haha hara dinaledi, ke tla o tlosa hona moo, ke o theole,” ho rialo Morena. “Ha mashodu a ka o futuhela bosiu, dinokwane tsa o nanarela bosiu, leha tshenyehelo ya hao e tla ba kgolo, na a ke ke a utswa feela tseo a di hlokang? Ha bakotudi ba morara ba o kotulela, na ba ke ke ba siya makgwahlapiso? Esau o runtsolotswe hakaakang! Matlotlo a hae a patilweng a lobelwa hakaakang! Bohle ba thusanang le wena ba o thetsitse, ba o kgarameletsa meeding; balekane ba hao ba o kgelositse, metswalle eo o e tshepang e o tjhehetse leraba, empa wena ha o ka ke wa le bona. “Mohla tsatsi leo,” ho rialo Morena, “na ha ke tlo timetsa bahlalefi ba Edomo, thabeng ya Esau ke fedise ba nang le kutlwisiso? Wena Temana, bahlabani ba hao ba tla thothomela, bohle ba bolawe, ba bolaelwe thabeng ya Esau. “Kaha o no hlekefetse ngwaneno Jakobo, dihlong di tla o aparela, wena o timele, o timelle ruri! Mohla o no emeletse kathoko, ha baditjhaba ba hahara leruo la hae, melata e kena ka dikgoro, ka kgoro tsa metse ya hae, e laola Jerusalema ka lotho, o ne o ka e mong wa baditjhaba. Mohla ngwaneno a hlahetsweng ke bomadimabe, o se ke wa mo shebela maotong; mohla tjhaba sa Bajuda se timetswang, o se thabele ho timetswa hoo ha sona; le mohla se leng makaqabetsing, o se ke wa ithorisa hakaalo. Mohla tjhaba sa ka se wetsweng ke koduwa, o se ke wa kena ka dikgoro tsa sona; mohla tjhaba sa ka se leng hara bomadimabe, o se ke wa se somela bomadimabe boo; le mohla se leng hara ditlokotsi, o se ke wa ikgapela maruo a sona. Mohla tsatsi la sona la ditsietsi, o se ke wa lalla mateanong a ditsela, hore o bolaye baphaphathehi ba sona, le ho neelana ka ba phonyohileng ba sona. “Tsatsi la Morena le atametse, le tla tjhabela ditjhaba kaofela. Kgalapa di tla buseletsana, molamu o boele sefateng. Seo lona tjhaba sa ka le se nweleng, la se nwella thabeng ya ka, thaba e halalelang, ditjhaba tsohle di tla se nwa ho-ya-ho-ile; di tla se nwa, di be di minyeletse, di be jwaloka hola di eso be teng. “Ba phonyohileng ba tla ba thabeng ya Sione, yona e be sebaka se halalelang; ba ntlo ya Jakobo ba je lefa la bona. Ntlo ya Jakobo e tla ba mollo, ntlo ya Josefa e be lelakabe, ntlo ya Esau yona e be matlakala; ba tla e hotetsa ka mollo, ba e tjhese, ho se be ya phonyohang wa ntlo ya Esau,” ho rialo Morena. Baiseraele ba tswang Borwa ba tla hapa, ba hape thaba ya Esau, ba tswang diphuleng le bona ba hape, ba hape naha ya Bafilesita. Ba tla hapa Efraime, ba hape Samaria, Benjamine yena a ikgapele Gileade. Letshwelehadi la bathopuwa ba Iseraele ba Kanana le tla hapa naha eo ho ya fihla Sarepeta, bathopuwa ba Jerusalema, ba leng Sarefate, ba tla ikgapela metse e ka Borwa. Bapholosi ba bona ba tla nyoloha, ba nyolohele thabeng ya Sione, ba buse dithaba tsa Esau, mme mmuso e tla ba wa Morena. Lentswe la Morena la fihla ho Jonase, mora wa Amitai, la re: “Tsamaya, o ye Ninife, motseng o moholo, o yo o kgalemela, hobane ke bone bokgopo ba wona.” Empa Jonase a tsamaya, a balehela Tarashishe hore a be hole le Morena. A theohela Jopo, moo a fumaneng sekepe se lebang Tarashishe. Hoba a lefelle leeto, a kena ka sekepeng, hore a tle a ye Tarashishe mmoho le basesisi ba sona, hole le Morena. Yaba Morena a fokisa moya o matla hodima lewatle, mme ha tsoha sefefo se tshabehang se ileng sa batla se thua sekepe. Basesisi ba sekepe ba tshoha, mme e mong le e mong wa bona a ipiletsa ho modimo wa hae. Ba lahlela thoto lewatleng, e le hore ba imolle sekepe. Ha e le Jonase yena o ne a theohetse ka kamoreng e katlase ya sekepe, a ithobaletse, a ile le sephume sa boroko. Molaodi wa sekepe a tla ho yena, a re: “O hlolang, ha o robetse tjee? Tsoha, o ipiletse ho modimo wa hao! Mohlomong modimo eo wa hao a ka re hopola, ra se ke ra timela.” Yaba basesisi ba sekepe ba a buisana, ba re: “Tloong, re laoleng ka lotho, re tle re tsebe hore na ke ka baka la mang re welwang ke koduwa ena.” Ba laola ka lotho, mme lotho la ntsha Jonase. Jwale ba mmotsa, ba re; “Re bolelle hore na ke ka baka la mang re welwang ke koduwa ena! Mosebetsi wa hao ke ofe? Hona o tswa kae? Haeno ke hokae? Tjhaba sa heno ke sefe?” Jonase a ba araba, a re: “Nna ke Moheberu; ke kgumamela Morena, Modimo wa lehodimo, ya entseng lewatle le lefatshe.” Banna bao ba tshoha haholo, ba mmotsa, ba re: “O entseng?” Ba ne ba tseba hore a baleha Morena, hobane o ne a se a ba boleletse. Yaba ba a mmotsa, ba re: “Jwale re o etse jwang, e le hore lewatle le tle le kokobele?” Lewatle le ne le befile, le ntse le tuduana. A ba araba, a re: “Nkukeng, le nkakgele lewatleng, mme lewatle le tla kokobela. Ke a tseba hore ke ka baka la ka ha e le mona sefefo sena se matla se le befetse tjena.” Leha ho le jwalo, banna bao ba leka ka matla ho sokela sekepe lebopong, empa ba sitwa, hobane lewatle le ne le befile, le ntse le tuduana. Kahoo ba ipiletsa ho Morena, ba re: “Oho, Morena, o se ke wa re timetsa, wa re re bolaile monna enwa. O se ke wa re bea molato wa ho tsholla madi a se nang molato, hobane wena Morena, o entse se o kgahlang.” Yaba ba kakasa Jonase, ba mo akgela lewatleng, mme maqhuba a kokobela. Banna bao ba tshoha haholo, ba nyehella Morena ka sehlabelo, mme ba mo etsetsa dikano tse itseng. Yaba Morena o laela leruarua ho metsa Jonase. Jonase a ba ka mpeng ya leruarua leo ka matsatsi a mararo le masiu a mararo. Jonase, ha a le ka mpeng ya leruarua, a rapela Morena Modimo wa hae, a re: “Mahlomoleng a ka ka ipiletsa ho Morena, ka ipiletsa ho yena, mme a nkaraba. Ka kopa thuso ke le botebong ba Nqalo ya Bafu, mme wa utlwa lentswe la ka. O ile wa nkakgela kweetseng, wa nkakgela bodibeng ba lewatle; wa nkakgela, mme metsi a mpupetsa, maqhubu a tsudubutlana hodima ka. Ka re: O ntahletse hole le wena, empa ke tla boela ke bone, ke bone Tempele ya hao, Tempele e halalelang. Ke fihlile kweetseng, metsi a nkgamme, lewatle le mpotapotile kahohle, bolele bo rareditse hlooho ya ka. Ke ne ke tebile, ke le tlase ho dithaba, mekwallo ya Nqalo ya Bafu e nkwalletse ruri; empa wena Morena Modimo wa ka, o mpholositse Nqalong eo ya Bafu. “Ha ke ne ke le makgatheng, makgatheng a ho shwa, ke ile ka o hopola, wena Morena, thapelo ya ka ya finyella ho wena, ka Tempeleng ya hao e halalelang. “Ba kgumamelang medingwana ya bohata, ba furalla sediba sa bona sa mohau. Ha e le nna ke tla o nyehella ka sehlabelo, ke ntse ke o binela ka teboho, ke phetha le tsona dikano tsa ka. Pholoho e tswa ho Morena!” Yaba Morena o laela leruarua hore le hlatsetse Jonase lebopong la lewatle. Lentswe la Morena la fihla ho Jonase kgetlo la bobedi, la re: “Tsamaya, o ye Ninife, motseng o moholo, o yo o phatlalletsa molaetsa oo ke o bolellang wona.” Yaba Jonase o a tsamaya, o ya Ninife, jwalokaha Morena a ne a mo laetse. Ninife e ne e le motse wa setletlehadi; motho o ne a nka matsatsi a mararo ho tswela ka nqane ho wona. Jonase a tsamaya hara motse ka letsatsi la pele, a nto howa, a re: “Kamora matsatsi a mashome a mane feela, Ninife e tla be e timeditswe!” Batho ba Ninife ba dumela molaetsa wa Modimo. Ba laela hore ho itingwe dijo, mme bohle ba baholo le ba banyenyane ba apara tse mahwashe. Ha molaetsa o fihla ho kgosi ya Ninife, ya raoha teroneng ya yona, ya hlobola seaparo sa yona sa bokgosi, ya apara tse mahwashe, mme ya dula moloreng. Yaba kgosi e etsa phatlalatso hara motse wa Ninife, e re: “Kgosi, e ena le mahosana a yona, e laela hore: Ho se be motho ya tla latswa letho, a je kapa a nwe; le tsona diphoofolo le dikgomo kapa dikgutshwane, di se ke tsa fula kapa tsa enwa metsi. Empa motho a apare tse mahwashe, esita le yona phoofolo. Motho e mong le e mong a ipiletse ka matla ho Modimo, a furalle metsamao ya hae e kgopo le diketso tsa hae tsa dikgoka. Ho ka tseba mang haeba Modimo a ka nna a hauha, a kgutla kgalefong ya hae e tukang, e le hore re se ke ra timela?” Yare ha Modimo a bona diketso tsa bona, le kamoo ba baketseng bokgopo ba bona kateng, a ba utlwela bohloko, mme a se ke a ba otla jwalokaha a ne a itse o tla ba otla. A fela a se ke a ba otla. Jonase a utlwa bohloko haholo, mme a halefa. Yaba o rapela Morena, o re: “Ke a o rapela, oho, Morena, na see hase seo ke ileng ka se bolela ke sa le haeso? Ke ka lebaka leo ke ileng ka itlhahanela ho balehela Tarashishe. Ke tsebile hore o Modimo ya mosa, ya nang le kutlwelobohloko; o dieha ho halefa, o tletse mohau, o dieha ho otla. Ka baka leo, oho, Morena, mpe o mpolaye, hobane ho molemo ho nna hore ke shwe, ho ena le hore ke nne ke phele.” Empa Morena a mo araba, a re: “Na o etsa hantle ha o halefa?” Jonase a tswela kantle ho motse, a dula fatshe ka nqa botjhabela ho wona, a iketsetsa lephephe hona moo. A dula moriting wa lona, a lebella se tla hlahela motse. Morena Modimo a medisa sefate, sa thathalatsa mahlaku, a etsetsa Jonase moriti, hore a tle a phomole ho wona. Jonase a thabela sefate seo haholo. Empa ka le hlahlamang, e sa le kameso, Modimo a romela seboko se ileng sa eja moko wa sefate seo, yaba se a pona. Ha letsatsi le tjhaba, Modimo a tsosa moya o tjhesang, o hlahang botjhabela, mme letsatsi la bataola Jonase hloohong, hoo a bileng a akgeha. A itakaletsa lefu, a re: “Ho ka ba molemo ho nna hore ke shwe, ho ena le hore ke nne ke phele.” Empa Modimo a botsa Jonase, a re: “Na ke hantle ha o kgenne ka baka la sefate see?” Jonase a mo araba, a re: “E, ke hantle, ebile ke kgenne hoo nka nnang ka shwa.” Yaba Morena o re: “O qenehela sefate sena seo o sa kang wa se fufulellwa, leha e le ho se medisa. Se imeletse ka bosona e le bosiu, sa ba sa itjhwella e le bosiu. Na nna nke ke ka hauhela Ninife, motse wa setletlehadi, o nang le baahi ba fetang dikete tse lekgolo le mashome a mabedi, ba sa tsebeng ho kgetholla botle ho bobe; o bileng o nang le diphoolofo tse ngata hakaale?” Mehleng ya puso ya Jotame, le Akase, le Hesekiya, dikgosi tsa Juda, lentswe la Morena la fihla ho Mmikiya wa Moreshete. Morena a mmontsha ka pono tse tla hlahela Samaria le Jerusalema. Lona ditjhaba tsohle, mamelang! Wena lefatshe, sekeha tsebe! Le tsohle tse ho wena di sekehe tsebe! Morena Modimo o tla le qosa a le ka Tempeleng ya hae, Tempele e halalelang. Bonang! Morena o tswa ka leahong la hae; o tla theoha, a hate tlhorong tsa dithaba. Dithaba di tla qhibidiha tlasa maoto a hae, fatshe le peperane, ho hlahe dikgohlo; dithaba di qhibidihe sa tshotso e utlwa mollo, di phorosele sa metsi a theoha mothipoloheng. Tsena tsohle di bakilwe ke dibe tsa Jakobo, di bakilwe ke dibe tsa ntlo ya Iseraele. Dibe tsa Jakobo di bakilwe ke mang? Di bakilwe ke baahi ba Samaria. Ho kgumamela medingwana ho bakilwe ke mang Judea? ho bakilwe ke baahi ba Jerusalema. “Ka baka leo, Samaria ke tla e fetola lesupi, dirapa tsa morara di lengwe teng; majwe a yona ke tla a akgela ka kgohlong, metheo ya yona e sale poyaneng. Medingwana yohle ya Samaria e tla pshatlwa, dimpho tsohle tse lefshwang diotswa di tjheswe. Medimo yohle ya bohata ke tla e timetsa, hobane e bokeletswe e le moputso wa bootswa, mme e tla nne e be moputso, moputso wa bootswa.” Yaba Mmikiya o re: “Kahoo ke tla lla, ke bokolle, ke tsamaye ke hlobotse, maotong ke sa rwala; ke tla ngaya sa phokojwe ha e ngaya, ke purume sa mpshe ha e puruma. Qeba la Samaria le a petla, ha le na pheko, le petlile la ya tshwaetsa le Juda, la ya fihla le kgorong ya tjhaba sa ka, la ba la ya fihla le Jerusalema.” Le se ke la e bolela Gate, le ho bokolla le se ke la bokolla; baahi ba Bete-Leafera le ipitike leroleng. Lona baahi ba Shafire fetang ka tsela, le fete le le feela, le le dihlong. Baahi ba Saanane ba hana ho tswa motseng. Ha le utlwa ba Bete-Esele ba lla, le tle le tsebe hore ha le sa sireleditswe. Baahi ba Marote ba lebeletse ho lopollwa, hoba Morena o ba dihetse koduwa, a e diha, ya ya fihla le kgorong ya Jerusalema. Lona baahi ba Lakishe panang dipere, le pane dipere kariking tsa ntwa; ke lona ba baketseng Moradi wa Sione sebe, tshito tsa Iseraele di fumanwe ho lona. Kahoo le tla phahla, le phahlele Moreshete-Gate, motse wa Akasibe e tla ba thetso, e be thetso ho dikgosi tsa Iseraele. Lona baahi ba Maresha ke tla le neella ka seqhobane, eo e leng tlotla ya Iseraele o tla tla, o tla tla lehaheng la Adulame. Beolang dihlooho, le di etse lekorana, le llele bana bao le ba ratang; le phumohe mafatla, le tshwane le tlake, hoba bana ba tla le siya, ba ye bothopuweng. Ho madimabe ba rerang bolotsana, ba nahanang bokgopo ba le diphateng tsa bona! Ha bosiu bo esa ba a bo phethathatsa, hobane ba na le matla a ho etsa jwalo. Ba tswela masimo a batho pelo, ba a hape, ba honohele matlo a batho, ba inkele wona; ba hatella motho le ba lelapa la hae, ba mo hatelle, ba je lefa la hae. Ka baka leo, Morena o bua tjena: “Ke ntse ke rera koduwa, ke e rerela tjhaba sena, koduwa eo se ke keng sa ba sa e phema. Ha se ka ke sa tsamaya, sa tsamaya ka boikakaso, hobane e tla be e le nako, nako ya tlokotsi. Mohla tsatsi leo ba tla le soma, ba le binele kodi-ya-malla ba re: Re fela re faladitswe, Morena o re amohile naha ya rona, a e abela bathopi ba rona. ” Kahoo kahara phutheho, phutheho ya Morena, ha ho na ho ba le motho le ya mong ya tla le arolela naha ka lotho. Baporofeta ba bohata ba re ho nna: “Se ke wa re porofetela, se ke wa porofeta dintho tsena; Modimo ha a ka ke a re hlabisa dihlong.” Na ho ka botswa ntlo ya Jakobo ha thwe: “Ebe Morena o feletswe ke mamello? Na tse tjee di etswa ke yena?” “Na polelo tsa ka ha di tlise molemo, di o tlisetsa ba etsang ho loka? Empa lona tjhaba sa ka le iphetotse sera! Motho wa kgotso ha a feta ka tsela, a iphetela, a sa nahane tsa ntwa, le mo amoha kobo a e apere. Basadi ba tjhaba sa ka le a ba leleka, le ba leleka malapeng, malapeng a bona a matle; le amoha bana ba bona tlotla ya ka, le ba amoha yona ho-ya-ho-ile. Emang, le tsamaye, le tlohe mona! Baka sena hase sa lona sa ho phomola, ka baka la hobane se silafetse, se senyehile, se ke ke sa hlola se loka. Haeba ya leshano, ya thetsang, a ka re: Ke porofeta hore veine ya lona e tla kopotsa, jwala ba lona e be bo bongata haholo, eo e ka ba yena moporofeta wa tjhaba sena!” “Ruri ke tla le phutha kaofela, ke phuthe lona bohle ba ntlo ya Jakobo; ruri masalla a Baiseraele ke tla a phutha, ke a kgobokanye sa nku di kena sakeng, ke a phuthe sa mohlape o le makgulong, e be boiyane bo phetheselang ba batho. Pulamadiboho e tla ba etella pele; ba tla roba mekwallo ya kgoro, ba itsamaele. Kgosi ya bona e tla tswa pele ho bohle, ka sehloohong sa bona Morena a itlhomme.” Yaba ke re: “Lona baetapele ba Jakobo, mamelang! Lona babusi ba ntlo ya Iseraele, mamelang! Na toka ha le a tshwanela ho e tseba? Le hloile botle, le rata bokgopo, le thwebola setjhaba sa ka, le se thwebola letlalo, le se tswebolotse dinama masapong; le buha tjhaba sa ka letlalo, le se buhe, le itjelle nama ya sona, masapo a sona le a robake dikotwana; le se kgabela sa nama e tla hadikwa, sa nama e kgabelwang e tla apehwa.” Ke moo ba tla ipiletsa ho Morena, Morena a ke ke a ba araba. Mohlang oo o tla ba patela fahleho sa hae, ka baka la diketso tsa bona, ketso tsa bona tse kgopo. Morena o bua tjena: “Baporofeta bana tjhaba sa ka ba a se kgelosa, ba re kgotso ho motho ya ntshang diphomoso, ba lwane ya kgumamela le ya se nang tsona.” Ho baporofeta bana Morena o re: “Ka baka leo, bosiu bo tla le aparela, bo le aparele, le se ke la bona dipono, le aparelwe ke lefifi, le bonohe bo fele, tsatsi le dikele, baporofeta ba phirimelwe, ho bona motsheare e ke fifi le letsholetsho. Bo-radipono dihlong di tla ba hlaba, dinohe le tsona di tlontlolohe; kaofela ha bona ba tla ikgurumetsa difahleho, hobane Modimo a sa ba arabele.” Empa nna ruri ke na le matla, Moya wa Morena o ka hare ho nna; o nthutile toka, wa mpha le sebete ho bolella Jakobo ditlolo tsa hae, le ho bolella Iseraele sebe sa hae. Lona baetapele ba ntlo ya Jakobo, mamelang! Lona babusi ba ntlo ya Iseraele, mamelang! Tsohle tse lokileng le a di nyedisa, tsohle tse nepahetseng le di sokamise. Ka tshollo ya madi Sione le e hahile, ka bokgopo ba lona la haha Jerusalema. Baetapele ba yona ba ahlolela ba ba neang tjotjo, baprista ba yona ba rutela ho newa moputso, baporofeta ba yona ba porofetela tjhelete; ho le jwalo, ba tshepile Morena, ba re: “Ha re re Morena o teng kahara rona? Ha ho koduwa e ka ba re wela hodimo!” Ka baka la lona Sione e tla lengwa, e lengwe jwalokaha tshimo e lengwa, Jerusalema e fetohe, e be masupi, thaba ya Tempele e ririellane difate. Mohla matsatsi a ho qetela, thaba eo Tempele ya Morena e hahilweng hodima yona, e tla phahamela dithaba tsohle, e phahamele le maralla wohle, ditjhaba tsohle di phallele ho yona. Matjhabatjhaba a tla fihla, a re: “Tloong, re nyoloheleng thabeng ya Morena, re nyoloheleng Tempeleng ya Modimo wa Jakobo. O tla re ruta ditaba tsa hae, re tle re tsamaye tseleng tsa hae;” kaha molao o tla tswa, o tswe thabeng ya Sione, ntswe la Morena le tswe Jerusalema. Morena o tla ahlola a ahlolele tjhaba tse ngata, a fedise ho se utlwane hara tse ngata, tse hole; sabole tsa tjhaba tseo di tla etsa mehoma, marumo a tsona di a etse disekele. Tjhaba di ke ke tsa hlola di nkelana disabole, di ke ke tsa hlola di itokisetsa dintwa. Motho ka mong o tla phomola tlasa morara wa hae, a phomole tlasa sefate sa hae sa feiye; ha ho le ya mong ya sa tla ba tshosa, hobane Morena wa mabotho o boletse jwalo. Tjhaba tsohle di sebeletsa medimo ya tsona, empa rona re tla sebeletsa Morena, re sebeletse Modimo wa rona kamehla le mehla. “Mohla tsatsi leo,” ho rialo Morena, “ke tla bokella ba hlotsang, ke phuthe ba qhalantsweng, ke phuthe bao ke ba otlileng Ba hlotsang ke tla ba etsa masalla, ba qhalantsweng ke ba etse tjhaba se matla. Morena o tla ba busa a le Thabeng ya Sione, a ba buse ho tloha mohla tsatsi leo, a ba buse kamehla le mehla. Ha e le wena, Tora ya Mohlape, wena qhobosheane ya Moradi wa Sione, o tla buseletswa puso ya hao ya pele, mmuso o kgutlele ho Moradi wa Jerusalema.” Jwale wena o llelang hakaale? Na ebe wena ha o na kgosi? Na moeletsi wa hao o timetse, ha e le moo o utlwa bohloko, bohloko bo kang, ba mahlaba a pelehi? Meneka, o bobole, wena Moradi wa Sione, o ke ya tshwerweng ke mahlaba a pelehi, jwale o tla tswa kahara motse, o tswe, o yo aha nahathothe. O tla tsamaya, o ye Babilona, ke hona moo o tla pholoswa teng, Morena o tla o lopolla o le hona moo, a o namolele matsohong a dira tsa hao. Jwale tjhaba tse ngata di o dikile, di re: “A Sione e ke e silafale, re be re e bone ha e silafala!” Empa mehopolo ya Morena ha ba e tsebe, le morero wa hae ha ba o utlwisise, yena ya ba bokeletseng sa mangata seotlong. “Wena Moradi wa Sione, tsoha, o pole! Ke tla o kgwesa manaka a tshepe, ke o rwese tlhako tsa lethose, o tlo robokele tjhaba tse ngata.” O tla nyehella Morena ka kgapo ya hao, o mo nyehelle ka leruo la tsona, o nyehelle Morena wa lefatshe lohle. Wena Jerusalema, kgobokanya bahlabani ba hao, hobane re etseditswe thibella; mmusi wa Iseraele ba tla mo otla, ba mo otle ka thupa lerameng. “Ha e le wena Betlelehema Eferata, leha o le monyenyane hara meloko ya Juda, ho wena ho tla tswa mmusi wa Iseraele, eo leloko la hae le qalehileng kgale, la qaleha mehleng ya baholoholo.” Kahoo Morena o tla furalla Baiseraele, a ba furalle ho fihlela mosadi a beleha; ke moo Baiseraele ba tla kgutla, ho kgutle Baiseraele ba phonyohileng, ba kgutle, ba ikopanye le bana babo bona. O tla ema, a alose mohlape wa hae, a o alose ka matla a tswang ho Morena, ka bitso le tlotlehang la Morena Modimo wa hae. Ba tla phela ba sireletsehile, hobane boholo ba hae bo tla nama, bo namele pheletsong tsa lefatshe. Yena e tla ba kgotso ya bona. Ha Asiria e futuha, e futuhela naha ya rona, qhobosheane tsa rona e di ripitla, re tla e neella ka balaodi ba supile, le ka mahosana a robedi a setjhaba. Ba tla busa naha ya Asiria ka sabole, le naha ya Nimerode ka sabole e motsutswe; mmusi ya tswang Betlelehema o tla re namolela, a re namolele matleng a Asiria ha e futuhela naha ya rona, e hwanka kahara meedi ya rona. Masalla a Jakobo a tla ba teng, a be teng hara ditjhaba tse ngata, a be jwaloka phoka e tswang ho Morena, a be jwaloka medupe e kolobisang jwang, medupe e sa ke be e laelwe ke motho, kapa e emele ho phetha thato ya motho. Masalla a Jakobo a tla ba teng, a be teng hara ditjhaba, a be teng hara merabe e mengata, a be jwaloka tau hara dibatana tsa meru, a be jwaloka tawana hara mehlape ya dinku, tawana e fetang e harola, e tsekolla, empa ho se ya ka pholoswang, ya ka pholoswang tleneng tsa yona. Tsoho la hao le tla phahamela hodimo, le phahamele hodima ba o lwantshang, dira tsa hao tsohle di tla timetswa. “Mohla tsatsi leo,” ho rialo Morena, “ke tla bolaya dipere tsa lona, ke robe dikariki tsa lona tsa ntwa. Ke tla heletsa metse ya naha ya lona, ke qhaqhe qhobosheane tsohle tsa lona. Boloi ba lona ke tla bo fedisa, le ho laola ha le sa tla laola. Medingwana ya lona ke tla e pshatlaka, le ditshiya tsa lona tse halalelang; ha le sa tla hlola le obamela mesebetsi ya lona, e leng mesebetsi ya matsoho a lona. Tshiya tsa lona tsa Ashera ke tla di koqola, le metse ya lona ke e heletse. Ka bohale le ka kgalefo ke tla iphetetsa, ditjhaba tse sa mmameleng ke di otle.” Mamelang seo Morena a se bolelang: “Emang le behe nyewe ya lona, le e behe kapele ho dithaba, maralla a ke a utlwe boipiletso ba lona. Lona dithaba, mamelang qoso ya Morena; lona metheo ya lefatshe, sekehang tsebe. Lona metheo e tiileng sekehang tsebe. Morena o qosa setjhaba sa hae, Morena o tsekisana le Baiseraele. “Lona tjhaba sa ka ebe ke le entseng? Ke le imeditse kang? Nkarabeng hle! Ke ile ka le ntsha naheng ya Egepeta, ka le lopolla naheng ya bokgoba. Ka romela Moshe ho le etella pele, ka mo romela a ena le Arone le Meriama. Lona tjhaba sa ka, hopolang morero wa Balake, morero wa Balake, kgosi ya Moabe, le hopole le karabo ya Bileame, mora wa Beore. Hopolang le lona leeto la lona la ho tloha Shitime ho ya Gilegale, le tle le tsebe ketso tse pholosang tsa Morena.” Ke tla tla ke nkile eng ha ke eya ho Morena? Ke tla obama jwang kapele ho Ya Hodimodimo? Na ke tla fihla ke nkile nyehelo ya setjheso, ke nkile nyehelo ya manamane a selemo? Na Morena o tla kgahlwa ke kete tsa dipheleu, a kgahlwe ke nyehelo ya ole e ngatangata? Na ke tla nyehela ka ngwanaka wa matsibolo, ke nyehele ka yena ka baka la tshito tsa ka, ke nyehele ka ngwanaka wa matswathaka, ke nyehele ka yena ka baka la sebe sa ka? Wena motho, o boleletswe se molemo; ebe Morena o lebeletse eng ho wena? Ke ho etsa tse lokileng, le ho ba le lerato, le ho ikokobeletsa Modimo wa hao. Ya bohlale o tshaba lebitso la Morena. Morena o ipiletsa ho motse, o re: “Lona tjhaba se phuthehileng, se phuthehetseng mona, mamelang! Na nka iphapanyetsa matlotlo a bolotsana, le dikala tse qhekanyetsang, tse rohakehileng? “Na ke tla lokolla ya nang le sekala se qhekanyetsang? Ke lopolle ya nang le sekala sa bolotsana, eo boima ba mokotla wa hae bo sa nepahalang? “Barui ba lona ke banna ba sehloho; tjhaba sa lona ke batho ba leshano, maleme a bona ke maleme a thetsang. Kahoo ke se ke qadile ho le otla, ke le timetsa ka baka la dibe tsa lona. Le tla ja, empa le ke ke la kgora! Le tla sala le ntse le lapile jwalo. Le tla ba le mahlaba a pelehi, empa bana bona le ke ke la ba beleha; esita leha le ka beleha bana, bana bao ke tla ba bolaya ka sabole. “Le tla jala, empa le ke se kotule letho; le tla tlhotla tholwana tsa mohlwaare, empa le ke se itlotse ka ole ya tsona; le tla tlhotla tholwana tsa morara, empa le ke se nwe veine ya tsona. Ditaelo tsa Omeri le di phethile, le mesebetsi yohle ya ntlo ya Akabe, dikeletso tsa bona le ile la di latela; ka baka leo, ke tla le timetsa, tjhaba sa lona ke se fetole sesomo, sekgobo sa baditjhaba le se jare jwalo.” Ke madimabe hakaakang! Ke ka motho ya reng o kgola tholwana, ya reng o kgola tsa hlabula athe ha di yo. Ke ka rapa sa morara se kgwahlapisitswe; ha ho lesihla la morara le ka jewang, ha ho feiye ya pele eo nka e lakatsang. Ba hlomphang Modimo ha ba sa le yo lefatsheng, ha ho le ya mong ya etsang ho lokileng; bohle ba laletse ho tsholla madi, motho o tjhehile ngwanabo, o mo tjhehile ka letlowa. Ka matsoho a bona ba ithutile ho etsa bokgopo, ba bile ba bo etsa ba kgothetse; mmusi o batla hore a ntshetswe dimpho, moahlodi yena o amohela tjotjo; ba matla ba laela hore ho phethwe ditakatso, takatso tsa bona tse kgopo, ba loha mano jwalo ba le hammoho. Ya lokileng ho ba feta o ka hlabahlabane, ya tshepahalang ho ba feta o ka lekgwakgwa le baletswe ka leoka. Letsatsi la balebedi ba hao le fihlile, letsatsi leo Modimo a tla o otla ka lona, nako ya hore ba ferekane jwale e fihlile. O se tshepe ya ahisaneng le wena, motswalle le yena o se ke wa mo tshepa; esita le ho yena mosadi wa hao, o ele hloko seo o se buang ho yena. Mora o hlompholla ntatae, moradi o fetohela mmae, ngwetsi e fetohela matsalayo, ba lapa la motho ke bona dira tsa hae. Empa nna ke tla lebella Morena, ke lebelle Modimo, Mopholosi wa ka; Modimo wa ka o tla nkutlwa. Wena sera sa ka, o se ke wa nyakalla ka nna! Leha nka wa ke tla boela ke tsohe; leha nka dula lefifing Morena o tla mponesetsa. Ke sitetswe Morena, ke entse sebe, kahoo kgalefo ya Morena ke tla e mamella, ke e mamelle ho fihlela a ntwanela, a ntwanela, a nnea tokelo ya ka. Morena o tla nkisa, a nkise kganyeng ya hae, teng ke bone ho loka ha hae. Ke moo dira tsa ka di tla bona, di bone, di aparelwe ke dihlong, tsona dira tse neng di bua ho nna, di re: “O kae Morena Modimo wa hao?” Ke tla bona ha di hatakelwa ka maoto, di hatakelwa sa qhafutso diterateng. Tsatsi le tla fihla la ho tsosa marako a motse, tsatsi la ho atolosa meedi ya lona. Mohla tsatsi leo batho ba tla tla ho lona, ba tle ba etswa Asiria le Egepeta, ba etswa Egepeta, ba etswa Euferatese; ba tle ba etswa mawatleng wohle, ba tle ba etswa dithabeng tsohle. Lefatshe le tla fetoha nanaola, le fetohe nanaola ka baka la baahi ba lona, le fetohe nanaola ka baka la diketso tsa bona. Morena, ka lere la hao alosa mohlape wa hao, alosa mohlape oo e leng lefa la hao, mohlape o dulang o le inotshi kahara moru, o dulang kahara makgulo a nonneng; o ke o fule Bashane le Gileade, o fule teng jwaloka mehleng ya boholoholo. “Ke tla bontsha tjhaba sa ka, ke se bontshe dimakatso, ke se bontshe tsona sa mohla se tswang Egepeta.” Ditjhaba di tla bona, di hlajwe ke dihlong, le hoja di le matla; ditjhaba di tla makala, di be di hlollwe, le tsebe tsa tsona di be di thibane. Di tla nyeka lerole jwaloka dinoha, di le nyeke sa dihahabi di holoba fatshe. Di tla tswa diahelong tsa tsona di thothomela, di retelehele ho Morena, Morena Modimo wa rona, di retelehele ho yena di tshohile, di tshohile haholo hobane di o tshaba. Ke Modimo ofe ya tshwanang le wena? Ya tshwarelang dibe, a leballe ditlolo tsa masalla a setjhaba sa hae? Wena o Modimo ya sa halefeleng ruri, wena o Modimo ya thabelang ho hauhela. O tla boela o re utlwela bohloko, makgopo a rona o a hatakella fatshe, dibe tsa rona o di lahlela botebong ba lewatle. O tla bontsha Jakobo, o mmontshe botshepehi ba hao, Aborahama le yena o mo hauhele, jwalokaha o ila wa hlapanya, wa hlapanyetsa bo-ntata rona mehleng ya kgalekgale. Ona ke molaetsa o buang ka Ninife. Ke buka ya pono eo Nahume wa Elekoshi a neng a e bontshwe. Morena ke Modimo ya boulelang, Morena ya phetetsang, Morena o a phetetsa, o tletse kgalefo; Morena o iphetetsa ho ba mo lwantshang, kgalefo ya hae e tlokela dira tsa hae. Morena o dieha ho halefa, o matla haholo, a ke ke a lesa ho otla ba molato. O tsosa setsokotsane le sefefo ha a tsamaya, maru a ke lerole maotong a hae. O kgalemela lewatle, ebe o a le pshesa, dinoka tse phallang le tsona a di pshese. Bashane le Karamele di a omella, dithunthung tsa Lebanone tsona di pone. Ha a hlaha dithaba di a sisinyeha, maralla le wona a qhibidihe; lefatshe le a reketla ha Morena a hlaha, lefatshe le bohle ba ahileng ho lona. Ha Morena a halefile, ya ka tiisetsang ke mang? Ha kgalefo ya Morena e tlokoma ya ka e mamellang ke mang? Kgalefo ya hae e tuka sa malakabe kapele ho yena mafika a a pshatleha. Morena o molemo, ke setshabelo; ke setshabelo mohla tsatsi la ditlokotsi, ba mo tshepang o a ba sireletsa. Jwaloka sekgohola, kgohola se phuthumanang, Ninife o tla e timetsa jwalo, dira tsa hae a di lelekele lefifing. Le rera mano afe a ho lwantsha Morena? O tla le timetsa, le timelle ruri! Sera se ke ke sa mo tsohela matla habedi. Ba tla tjheswa sa meutlwa e harahane, ba tjheswe sa dirite di omeletse, ba ntse ba itlopile veine ya bona. Motho ya rerelang Morena bokgopo, ya kgothaletsang bomenemene, o hlahile hara motse wa Ninife. Morena o bua tjena: “Leha ba ka ba matla, ba eba bangata, ba tla bolawa, ba timelle ruri! Lona tjhaba sa ka, ke ile ka le otla, nke ke ka hlola ke le otla hape. Ke tla roba joko e le hatileng melala, mahlaahlela a le holehileng ke a kgaole.” Malebana le Ninife, Morena o entse taelo: “Wena Ninife o tla hloka ditloholo, tloholo tse tla bitswa ka lebitso la hao. Medingwana ya hao ke tla e pshatla, ke e pshatlele ka tempeleng ya yona, ke pshatle le yona e bopilweng. Bitla la hao ke tla le etsa sesomo.” Bonang maoto a moromuwa hodima dithaba, maoto a ya tlisang molaetsa o molemo, ya phatlalatsang molaetsa wa kgotso! Wena Juda keteka mekete ya hao, dikano tsa hao o di phethahatse. Ya kgopo a ke ke a hlola a o futuhela, o timeditswe, a timeletswa ruri. Sera se a o futuhela, wena Ninife, bea balebedi marakong a tshireletso, bea dihlwela le ditseleng tsa hao; itlame letheka, o hlomelle ntwa, o kgobokanye mabotho wohle a hao! Morena o tla tsosolosa tlotla ya Jakobo, a e tsosolose le tlotla ya Iseraele, le hoja basenyi ba mo hlobodisitse, ba hataketse makala a morara wa hae. Thebe tsa bahlabani ba hae ke tse kgubedu, aparo tsa bona le tsona ke tse kgubedu. Kariki tsa bona tsa ntwa di a tsekema, thekong ya ntwa di tsekema malakabe; ka marumo bahlabani ba a hlakisa. Kariki tsa bona di phunyeletsa hara diterata, di etsa menyakwe mabaleng a motse; di phatsima sa dirumola di phatsima, di tjhalametsa sa lehadima le tjhalametsa. Ninife e hlabela bahlabani ba yona mokgosi, empa tseleng ya bona ba a kgothometseha, ba kgoroha ba leba lerakong la motse, ba kgoroha ba se ba teteantse dithebe. Marako a thibelang noka a a phatloha, ntlo ya bokgosi yona e a heleha. Ninife e a hlobodiswa, e a thopuwa, makgabunyane a Ninife a a lla, a lla sa maebanakgorwana, a lla a ntsa ikotla difuba kgafetsa. Ninife e ka letamo le phatlohile. Mokgosi ke oo: “Sekwele! Sekwele!” Empa ha ho le ya mong ya kgutlang. Lobelang silefera, le lobele le kgauta! Tlotlo le wele makgwabane, ke nyakafatane! Ninife e futuhetswe, ya lobelwa, ya timetswa! Pelo di saretswe, mangwele a a tsherema, matla a fedile, fahleho tsohle di pudufetse. Ebe jwale letsaba la tau le hokae? Selao sa ditawana sona se kae? Moo tau e neng e fepela teng ke kae? Moo tawana di neng di ipothela, di ipothela teng, di se na tshabo? Tau e ne e harola, e fepa ditawana, diphofu e di harolela ditauhadi; matsaba a yona e a tlatsa diphofu, e a tlatsa ka dinama tseo e di harotseng. “Wena Ninife ke a o lwantsha,” ho rialo Morena wa mabotho. “Ke tla tjhesa kariki tsa hao tsa ntwa, bahlabani ba hao ba bolawe ka sabole, ke o amohe tsohle tseo o di hapileng, bonatla ba hao lefatsheng bo fele, maqosa a hao a se hlole a bo boledisa.” Ho madimabe motse o kganathetseng madi, o tletseng thetso, o tletseng le kgapo, motse o sa kgaotseng ho lobela! Ho lla sephadi, makoloi a a kititsa, dipere di a kgema, ho lla tlhako, le kariki tsa ntwa di a kgehlemana. Bapalami ba dipere ba a kgoroha, sabole di a tsekema, marumo a a phatsima! Ditopo ke mofela, di robellane feela, bongata ba tsona ha bo na palo, batho ba kgothometseha hodima tsona. Ninife e otlwa jwalo hobane e le seotswa, boloi ba yona bo ke ke ba ba ba bolelwa, ka bootswa ba yona e hohela ditjhaba, ka boloi ba yona e fetole merabe makgoba. “Wena Ninife, ke a o lwantsha,” ho rialo Morena wa mabotho. “Ke tla o hlobodisa, ke o tsodise. Ke tla pepesetsa ditjhaba bofeela ba hao, mebuso e bone tse dihlong tsa hao. Ke tla o silafatsa, ke o hlabise dihlong, ke o etse sebonwang-se-bonwa-ke-bohle. Bohle ba o bonang ba tla o baleha, ba re: Motse wa Ninife o fetohile masupi, ekaba ke mang ya tla o llela? Ke tla fumana mang ya tla o tshedisa?” Na o lokile ho feta Tebese, e neng e hahilwe bopong la Nile, e neng e potapotilwe ke metsi? Lewatle le ne le e haheleditse, metsi a lona a e etseditse lerako. Kushe le Egepeta di ne di e hlomella, di e hlomella, ho se na moedi; Pute le Lebia tsona di e thusetsa. Empa le yona Tebese e ile ya haptjwa, tjhaba sa yona sa iswa bothopuweng. Mateanong a diterata tsohle, bana ba yona ba pshatlakanngwa; mahosana a yona a laolwa ka lotho, yaba bahlomphehi ba yona ba a tlangwa, ba tlangwa ka mahlaahlela. Le wena Ninife, o tla tahwa, o tahwe, o be o thekesele, o batle moo o ka ipatelang sera teng. Qhobosheane tsohle tsa hao di ka fate tsa feiye, fate tsa feiye tse butswang pele: Ha di hlohlorwa, di a wa, di wela ka hanong la moji wa tsona. Ako tadime mabotho a hao, kaofela a itshwanela le basadi feela! Dikgoro tsa naha ya hao di ahlame, di ahlametse hore dira tsa hao di kene; mollo o tjhesitse mekwallo ya tsona. Ikgelle metsi, o itokisetse thibella, qhobosheane tsa hao o di matlafatse; tjheka letsopa, o dube seretse, ebe jwale o bopa setene! Mollo o tla o tjhesetsa hona teng, sabole e o bolaele hona moo, e o je sa ditsie di kumola dijalo. Ata, o ikatise sa ditsienyane, o ikatise jwaloka bookgolane! O ekeditse palo ya bahwebi ba hao, wa e eketsa ho feta naledi tsa lehodimo. Jwalokaha ditsie di ye di je, ebe di a ikela, le bona ba tla o ja, ebe ba a ikela. Balebedi ba hao ba itshwanela le ditsie, bangodi ba hao ba ka boiyane ba ditsie, tse itshwarellang marakong mohla mohatsela, ere ha le tjhaba, di futhumala, di fofe, di fofele moo ho seng motho ya tsebang. Oho, wena kgosi ya Asiria, babusi ba hao ba kgalehile, mahosana a hao a ipaqametse fatshe. Tjhaba sa hao se qhalakane dithabeng, ha ho le ya mong ya se phuthang. Leqeba la hao ha le na pheko, leoma la hao le isa lefung. Bohle ba utlwang ditaba tsena tsa hao, ba opela ho wa ha hao mahofi. Ke mang ya phonyohileng sehloho sa hao, sehloho sa hao se sa kgaotseng? Ona ke molaetsa oo moporofeta Habakuke a neng a o tsebiswe ka pono: Oho, Morena, ke tla kopa thuso ho fihlela neng, empa wena o sa mmamele? Ke ipiletse ho wena, ke re: “Dikgoka!” empa wena o sa mpholose? O etsetsang hore ke bone mahlomola, ke bone tshenyeho, le dikgoka ke di bone? Kahohle ke dintwa le ditsekisano feela. Ka lebaka lena, molao o nyehlisitswe, toka le yona ha e phethahatswe. Ba lokileng ba qhekanyetswa ke ba kgopo, ka hona kahlolo di etswa di sokamisitswe. “Tadima ditjhaba, o ke o lebelle; ako makale, o be o hlollwe. Ke etsa ho hong mehleng ena ya hao, ke etsa hoo o neng o ke ke wa ho dumela leha o ne o ka ba wa ho bolellwa. Bona he, jwale ke tsosa Bakalatiya, tjhaba sane se bohale, se lehala, se thalatsang kahohle le lefatshe, ho ikgapela metse eo e seng ya sona. Ke setjhaba se tshabehang, tjhaba se sehloho; melao ya sona, le yona tlotla ya sona, ke tse iketseditsweng ke sona ka bosona. Pere tsa sona di lebelo ho feta mangau, di bohale ho feta diphiri ka phirimana; bapalami ba di kgemisa, ba di kgemisa lekgarakgara, bapalami ha ba tswe mona le mona, ba fofa sa letlaka le ubella sefifi. Bohle ba futuha ba kalatisaka dikgoka, mabotho a bona a fiela sa moya, a fiela sa moya wa lehwatata; bathopuwa ba bona ba bangata, ba bangata sa lehlabathe la lewatle. Dikgosi ba a di soma, babusi ba a ba teola; diqhobosheane tsohle tsona ba a di tella, ba haha metero ya mobu, ba hape metse. Ba fefola sa moya o foka, o ba o feta, ba fefola jwalo, ebe ba a ikela; banna bana ke banna ba sehloho, matla ke wona modimo wa bona.” Oho, Morena, o bile teng pele le ho tlholeho! O Modimo wa ka, o Ya Halalelang wa ka! O Modimo wa ka, Modimo ya sa shweng. Oho, Morena, o ba kgethetse ho phetha kahlolo. Oho, Lefika la ka, o ba reretse ho re kgalema. Mahlo a hao a halalela ka ho fetisa, a halalela hoo a ke ke a tadima bokgopo. Diphoso le tsona ha o ko di mamella. Jwale ho ya kang ha o mamella balotsana? O kgutseditseng ha ba kgopo ba timetsa batho, ba ba fetang ka ho loka? O tshwantshitse batho le tsa lewatle ditlhapi, le dibopuwa tse lelemelang di se na mmusi. Tsohle di tshwaswa ka dilope, di tshwaswa ke sera, se be se di tshwase ka letlowa la sona, se nto di hula ka seketswana sa sona, se etse ditlatse tsa nyakallo ha se tshwasitse. Kahoo se etsetsa letlowa la sona mahlabelo, diketswana le tsona di tjhesetswe mokubetso, hoba ke ka tsena se phelang ka boiketlo, le dijo tsa sona ke dimenyemenye. Na sera se tla nne se tsomule sabole, se nne se harinye ditjhaba ho se mohau? Ke tla ema sethaleng sa ka, ke lalle ke le toreng, toreng ya balebedi, ke mamele seo Morena a se buang ho nna, ke imamelle hore na ke tla mo araba jwang. Yaba Morena o a nkaraba, o re: “Ngola taba tsa pono ena hodima matlapa, o di ngole hantle babadi ba se ke ba hakwa. Pono ena e sa emetse nako ya yona, e haufi e phethahala, mme e ke ke ya thetsa. Leha e ka dieha, wena o e emele, e tla fela e phethahale, ha e ka ke ya dieha. Bona, ya kgopo yena a ke ke a phela, athe ya lokileng o tla phela ka tumelo ya hae.” “Ruri, veine ke moeki wa motho; ya ikgohomosang a ke ke a phela. O meharo jwaloka Nqalo ya Bafu; jwaloka lefu ha a ke a kgora. O ipokellela ditjhaba tse ngatangata, merabe kaofela a e fetole bathopuwa. “Kaofela ha bona ba tla mo nyedisa, ba mo nyahanye, ba mo nyefole, ba re: Ho madimabe ya ipokellelang tsa boshodu, ya ithuisang ka ho hanyapetsa batho! Hoo ho tla ba jwalo ho fihlela neng?>*** Bao o ba hanyapetsang ha ba tlo o tsometsa, wena o thothomele ha ba o tsohela matla? Wena o tla ba mothopuwa wa bona! Kaha o tlatlapile ditjhaba tse ngata, masalla a tsona le wona a tla o tlatlapa, hobane o tsholotse madi a batho, o sentse dinaha, le metse wa e ripitla, le baahi bohle ba yona wa ba timetsa. “Ho madimabe ya ithuisang ka mano, ya hahang ntlo ya hae hodima qhowa, hore a tla tsebe ho phema koduwa. Merero ya hao e hlabisitse ba heno dihlong, merero ya ho bolaya ditjhaba tse ngata; kahoo o beile bophelo ba hao kotsing. Majwe a lerako a tla hlaba mokgosi, maballo a lehong a arabele mokgosi oo. “Ho madimabe ba hahileng motse wa bona, ba o hahileng ka ho tsholla madi, ba o haha hodima moralo wa bolotsana! Na hase Morena wa mabotho ya ileng a rera, hore mosebetsi wa batho o fediswe ka mollo, le hore ditjhaba di sebeletse lelea? Empa tsebo e tla tlala, e tlale lefatshe kahohle, tsebo ya ho tseba tlotla ya Morena, e tlale lefatshe sa metsi a tletse lewatle. “Ho madimabe ya nwesang ba habo tahi, a ba tshelle yona ho fihlela ba tahwa, a tla tsebe ho bona bofeela ba bona. O tla aparelwa ke dihlong, e seng ke tlotla. Nako ke ya hao jwale, ya hore o nwe! Nwa he, bofeela ba hao bo pepesehe! Senwelo se ka tsohong le letona la Morena, se a pota, se tla be se fihle ho wena, ebe dihlong di aparela tlotla ya hao. Tshenyo e entsweng Lebanone e tla o timetsa, polao ya dibatana tsa yona e tla o tshosa, hoba madi a batho a tsholotswe ke wena, wa senya naha, le motse wa o ripitla, baahi bohle ba wona wa ba timetsa. “Modingwana wa bohata o thusa mo-o-etsi ka eng? Ke setshwantsho feela, se bolela mashano! Moetsi wa sona o tshepa mmopo wa matsoho a hae, o iketseditse modingwana, modingwana o semumu! Ho madimabe ya reng ho lehong: Phaphama! le ho lejwe le semumu: Phahama! Na medimo e tjee e ka tseba ho porofeta? E kgabisitswe ka kgauta le ka silefera, empa ka ho yona moya wa bophelo ha o yo! Morena yena o ka Tempeleng ya hae, Tempele ya hae e halalelang; fatshe lohle le ke le kgutse kapela hae.” Ena ke thapelo ya moporofeta Habakuke. Ke kodi-ya-malla. Morena, botumo ba hao ke bo utlwile, le yona mesebetsi ya hao ke a e tshaba, Morena. Ako e ntjhafatse mehleng ena ya rona, o etse hore e tsejwe bophelong ba rona, leha o halefile o nno hopole ho hauhela. Modimo o fihlile a etswa Temana, Ya Halalelang a etswa Thabeng ya Parane. Tlotla e aparetse mahodimo, fatshe le tletse dithoko tsa hae. Kganya ya hae e ka mahlasedi a letsatsi, ka diatleng tsa hae mahlasedi a a betseha! Ke moo matla a hae a patehileng teng. Lefu la sewa le mo eteletse pele, feberu yona e latela mehlaleng ya hae. Ha a ema, lefatshe la sisinyeha, ha a tadima, merabe ya thothomela; dithaba tsa boholoholo tsa heleha, maralla a kgalekgale a batalla. Ditsela tsa hae ke tsa kamehla yohle. Ke bone baahi ba Kushane ba tshohile haholo, le baahi ba Midiane ba otlanya mangwele. Morena, na o ne o halefetse dinoka? Na kgalefo ya hao e ne e tloketse melatswana, kapa o ne o halefetse lewatle, ha o no palame dipere tsa hao, o kaletse kariki tsa hao tsa tlholo? O ila hula seqha sa hao wa se tjheha, metsu e tletse ka sehlajweng sa hao, wa patsola lefatshe, dinoka tsa phalla. Dithaba tsa o bona, yaba di a reketla, diphororo tsa metsi tsa phorosela, bodiba ba metsi le bona ba hwasa, yaba maqhubu bo a akgoletsa hodimo. Letsatsi le kgwedi tsa ema themelele! ha metsu ya hao e bebang e tsekema, ha rumo la hao le benyang le phatsima. Wa hata hodima lefatshe o halefile, wa hatakela ditjhaba o hlokofetse. O no futuha ho ya lopolla tjhaba sa hao, o ilo pholosa motlotsuwa wa hao. Molaodi wa ba kgopo o mo timeditse, wa mo hlobodisa ho tloha hodima hlooho, wa mo hlobodisa ho ya tswa leotong. Ka metsu ya hae molaodi wa na wa mo hlaba, mohla bahlabani ba neng ba re futuhetse, ba re futuhetse hore ba re qhalanye, ba thabetse ho bolaya bahlophehi, bahlophehi ba neng ba ipatile. Wa hatakela lewatle ka dipere tsa hao, bodiba bo boholo wa bo lwebehlanya. Ha ke utlwa ke ile ka ferekana, ka bebenya melomo ha ke utlwa modumo oo; masapo a ka a qala ho bola, maoto a ka le wona a rerekela. Empa tsatsi la koduwa ke tla le lebella, tsatsi leo ke le lebelle ka mamello, hore le tjhabele tjhaba se re futuhetseng. Leha fate sa feiye se ke ke sa fupa, kapa fate sa morara sa se ke sa beha; leha mohlwaare o ke ke wa beha ditholwana, kapa kotulo ya eba siyo masimong; leha masaka a dikgutswane a ka oma, kapa masaka a dikgomo a mela mohlwa, nna ke tla nne ke ithabelle Morena, ke nyakallele Modimo, Mopholosi wa ka. Morena Modimo ke yena ya mmatlafatsang, ya potlakisang maoto a ka jwaloka a dikgama, ya ntsamaisang hodima dihlaba. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka diletsa tsa dikgwele. Mehleng ya puso ya Josiya, mora wa Amona, kgosi ya Juda, lentswe la Morena la fihla ho Sofonea, mora wa Kushi, Kushi ya tswalwang ke Gedaleya, Gedaleya ya tswalwang ke Amariya, Amariya ya tswalwang ke Hesekiya. “Tsohle tse lefatsheng ke tla di fedisa,” ho rialo Morena. “Ke tla timetsa batho, ke timetse diphoofolo, ke timetse nonyana tse fofang sepakapakeng, ditlhapi tsa lewatle le tsona ke di timetse. Ke tla fedisa dikgopiso mmoho le ba kgopo, batho bohle lefatsheng le bona ke ba timetse,” ho rialo Morena. “Ke tla otlolla tsoho la ka, ke le otlollele hodima Juda, ke le otlollele le hodima Jerusalema. Masalla wohle a Baale ke tla a fedisa, ke a fedise sebakeng sena, le baprista ba bohata ke ba fedise; bona ba obamang ba le hodima matlo, bona ba obamang, ba kgumamela dinaledi, ba kgumamela kgwedi, ba kgumamela letsatsi, bona ba obamang, ba hlapanye ka bitso la Morena, empa ba ntse ba hlapanya le ka Milekome. Batho bana ke ba furaletseng Morena, ba mo furalla, ba se ke ba mmatla, leha e le hona ho ipiletsa ho yena. Kgutsang ha le le kapele ho Morena, kapele ho Morena Modimo, hobane tsatsi la Morena le atametse. Morena o sa lokisitse sehlabelo, le bamemuwa ba hae o sa ba kgethile. Mohla Morena a etsang sehlabelo, ke tla otla mahosana le bara ba kgosi, le bohle ba apereng meaparo esele. Mohla tsatsi leo ke tla otla, ke otle ba sa hateng kosene ya monyako, ke otle ba tlatsang ntlo ya mong bona, ba e tlatse ka tse hapilweng ka dikgoka, ba e tlatse ka tse hapilweng ka bolotsana. “Mohla tsatsi leo,” ho rialo Morena, “mokgosi o tla utlwahala Monyakong wa Ditlhapi, seboko se utlwahale se etswa motsemotjha, le modumo o moholo o utlwahale maralleng. Bokollang, lona ba ahileng tlase ho motse, hoba bahwebi bohle ba lona ba tla fediswa, bohle ba ananyang ka silefera ba timetswe. Ka nako eo Jerusalema ke tla e lekola, ke e lekole ke e kgantshitse ka mabone; ke otle bohle ba dutseng ba iketlile, ba kang maritsa a veine a qitile, ba duletseng ho bua ka pelo, ba re: Morena a ke ke be a etsa letho, a ke ke be a etsa botle leha e le bobe. Matlotlo a bona a tla lobelwa, matlo a bona a heletswe, e be masupi. Matlo a bona wona ba tla a haha, empa ha ba ka ke ba dula ho wona; morara le wona ba tla o hloma, empa veine ya wona ha ba ka ke ba e nwa.” “Tsatsi le leholo la Morena le atametse, le tla le potlakile, Utlwang, tsatsi la Morena ke leo! Mohlabani o tla howa a se na tshepo. Tsatsi leo ke tsatsi la kgalefo, ke tsatsi la tlokotsi le la mahlomola, ke tsatsi la timelo le la tshenyeho, ke tsatsi la lefifi la bo-nka-ntjana, tsatsi le phetheselang maru, maru a matshomatsho! Ke tsatsi la lenaka ho houtsa, ke tsatsi la mokgosi wa ntwa, ke tsatsi la ho futuhela metse, la ho futuhela marako, marako a tshireletso! Ke tla bakela batho mahlomola, tsela ba e phopholetse sa difofu, hoba ba entse sebe, ba sitetswe Morena. Madi a bona a tla tsholoha sa lehlabathe, mala a bona a petletsehe sa bolokwe. Mohla tsatsi leo la kgalefo ya Morena, silefera ya bona, esita le yona kgauta, tsena ha di ka ke tsa tseba ho ba pholosa. Kgalefo ya Morena e tukang malakabe, e tla tlokoma, e tjhese lefatshe lohle. Baahi bohle ba lefatshe o tla ba timetsa, a ba timetse hang, ka ho panya ha ntshi.” “Lona tjhaba se hlabisang dihlong, phuthehang, le kgobokane, nako e boletsweng e eso fihle, tsatsi leo le le fefola sa mmoko; pele kgalefo ya Morena e le fihlela, tsatsi la kgalefo ya Morena le le tjhabela. Lona ba ikokobetsang ba lefatshe, lona ba mamelang taelo ya Morena, batlang Morena, le mmatlisise. Batlang ho loka, le batle boikokobetso; mohlomong le ka sireletseha mohla tsatsi la kgalefo ya Morena.” “Baahi ba Gasa ba tla e baleha, Ashekelone e sale e le masupi. Baahi ba Ashedode ba tla phaladiswa, ba phaladiswe hara motsheare wa lengeta, Ekerone yona ebe e a ripitlwa. Le madimabe lona ba ahileng bopong la lewatle, le madimabe lona tjhaba sa Bakerete! Morena ke yena ya o qosang, wena Kanana, naha ya Bafilesita, ke tla o ripitla, ho be ho hlokwe le masalla. Naha e bopong la lewatle e tla ba makgulo, e tla ba ya badisa le ya meraka. E tla ba ya masalla a ba ntlo ya Juda, moo a alosetsang mehlape ya wona teng. Mantsiboya a tla botha ka matlung a Ashekelone, Morena Modimo wa wona, a a baballe, a a buseletse boiketlo ba wona.” “Mahlapa a Bamoabe ke a utlwile, nyefolo tsa Baamone le tsona ka di utlwa, ka utlwa ha ba hlapaola tjhaba sa ka, ba ithorisetsa ho kena meeding ya sona. Ka baka leo, ke a hlapanya,” ho rialo Morena wa mabotho, Morena Modimo wa Iseraele. “Moabe e tla ba jwaloka Sodoma, Amone yona e be jwaloka Gomora, naha e tletseng bobatsi le matjheko a letswai, naha e fetohileng nanaola ya mehla yohle. Masalla a tjhaba sa ka a tla e lobela, ba phonyohileng ba tjhaba sa ka ba e hape. Ona ke moputso wa boikgohomoso ba bona, kaha ba hlapaotse tjhaba sa Morena wa mabotho, ba se hlapaola ba ba ba ithorisa. Ho bona Morena o tla tshabeha, a fedise medingwana yohle ya lefatshe. Tjhaba tsohle tse mabopong di tla mo kgumamela, motho ka mong a mo kgumamele a le ha habo.” “Le lona Bakushe le tla timetswa, sabole ya Morena e le bolaye.” Morena o tla otlolla tsoho la hae, a le otlollele leboya, a le otlolle, a timetse Asiria, a timetse Ninife, e fotohe nanaola, e sale e omeletse e ka lehwatata. Mohlape o tla botha hona moo, le phoofolo tsa naha ka mefuta ya tsona. Sephooko le sephookwana di tla robala teng, di robale kahodima ditshiya, tshiya tse ntseng di eme; bo-makgohlo ba hihitse ba le difesetereng, kupukupu ya mobu e thibile menyako, hobane kedare tsa yona di tla be di wele. Ke wona motse wane o motlehadi, o neng o ituletse ka kgotso, o neng o ikgohomosa ka ho re: “Ke nna feela, ha ho na e mong.” O fetohile lesupi le lekaakang! O fetohile letsaba la dibatana! Bo-mofeta-ka-tsela ba a o makalla, ba letsa molodi, ba opa diatla! O madimabe motse wa Jerusalema, motse wa batlatlapi, motse wa bafetohedi o silafetseng! Motse ona ha o mamele keletso, kgalemelo le yona ha o e amohele; esita le Morena ha o mo tshepe, ha o ikatametse ho Modimo wa wona. Mahosana a wona ke tau tse purumang baahlodi ba wona ke phiri tse jang bosiu, ere bo esa di be di jele di qetile. Baporofeta ba wona ke baikakasi, ke banna ba tletseng bolotsana; baprista ba wona ba silafaditse Sehalalelo, molao le wona ba ba ba o tlola. Ho loka ha Morena ho teng motseng ona, ha a ka ke a etsa bokgopo ba letho. Kamehla ha ho esa o diha kahlolo, kamehla ha bo esa ha a fose, empa ya kgopo ha a hlajwe ke dihlong. “Matjhaba wohle ke a timeditse, qhobosheane tsa wona ka di heletsa. Diterata tsa wona di setse feela, ha ho le ya mong ya tsamayang ho tsona. Metse ya tsona yohle e ripitlilwe, ha ho sa na le motho, ha ho sa na moahi. Ka na ka bua ho baahi ba motse, ka re: Ruri le sa tla be le ntlhomphe, le qetelle le mametse kgalemo ya ka, e le hore leaho la lona le se ripitlwe, le kahlolo tsa ka di se le wele hodimo. Empa ba nna ba hahamala, ba hahamala ho ya pele, ba eketsa ketso tse bodileng tsa bona. Kahoo nkemeleng,” ho rialo Morena, “le nkemele ho fihlela ha ke le qosa. Ke na le morero wa ho phutha ditjhaba, wa ho di phutha le mebuso ya tsona, ke hlatsetse kgalefo ya ka hodima tsona, e leng bohale ba ka bo tukang malakabe. Lefatshe lohle le tla timetswa ka mollo, ka mollo wa kgalefo ya ka ya ho boulela. Mohlang oo ke tla fedisa puo tse mpe tsa ditjhaba, bohle ba tle ba ipiletse ho Morena, ba mo sebeletse ba le ntsweleng. Ho tloha ka nqane ho noka ya Kushe, tjhaba sa ka se qhalakaneng se tla nkgumamela, se ntlisetse dinyehelo. Mohla tsatsi leo ha o na ho ba dihlong ka baka la ho ntshitelwa ha hao. Ba ithorisang ka boikakaso ba hao ke tla ba fedisa kahare ho wena; o ke ke wa hlola o ikgohomosa, o le thabeng ya ka e halalelang. Tjhaba se mosa, se ikokobetsang, se tla o salla se ntse se phela, se ntse se phela, se tshepile Morena. Masalla a Iseraele a ke ke a etsa bokgopo, leha e le hona ho bua mashano; a ke ke a thetsa ka maleme a wona. Masalla ao a tla fula, a bothe, ho se na ya ka hlolang a a tshosa.” Wena Moradi wa Sione, bina haholo! Wena Iseraele, howeletsa haholo! Wena Moradi wa Jerusalema, thaba haholo, ka pelo ya hao yohle, nyakalla haholo! Morena o fedisitse kahlolo ya hao, o timeditse le tsona dira tsa hao. Morena, Kgosi ya Iseraele, o na le wena, ha o ka ke wa tshoha koduwa. Mohla tsatsi leo ba tla re ho Jerusalema: “Wena Sione, o se ke be wa tshaba, matsoho a hao a fele a tiye! Morena Modimo wa hao, o na le wena, ke senatlahadi se tla o lwanela. O tla o thabela ka nyakallo, a o rate ka lerato la sebele, a howeletse, a o hlabele medidietsane, a e hlabe sa mohla tsatsi la mokete.” “Ke tla phutha ba neng ba llela mekete, ba llela mekete e halalelang, e leng ba neng ba le hole, hole le wena, ba neng ba jere sekgobo sa hao. Mohla tsatsi leo ke tla otla, ke otle bohle ba o hateletseng; ke tla pholosa ba holofetseng, ke phuthe ba neng ba qhalakane. Hohle moo ba neng ba tlontlolotswe teng, thabo le tlotla di tla ba aparela. Mohla tsatsi leo ke tla le kgobokanya, ke le kgobokanye, le kgutlele hae. Thabo le tlotla di tla le aparela, le le hara tjhaba tsohle tsa lefatshe, mohla ke le kgutlisetsang ha habo lona, ke le kgutlisa le ntse le tadimile,” ho rialo Morena. Ka letsatsi la pele la kgwedi ya botshelela, ka selemo sa bobedi sa puso ya kgosi Dariuse, lentswe la Morena la fihla ka moporofeta Hagai ho Serubabele, mora wa Shealetiele, mmusisi wa Juda; le ho Joshua, mora wa Jehosadake, Moprista e Moholo, la re: Morena wa mabotho o bua tjena: “Setjhaba sena se re: Nako ya ho tsosa Tempele ya Morena ha e eso fihle! ” Yaba Morena o bua ka molomo wa moporofeta Hagai, o re: “Na ee ke yona nako ya hore lona le dule matlung a kgabisitsweng, ha Tempele ee yona e ntse e le dithako?” Ka baka leo, Morena wa mabotho o re: “Itekoleng he! Le jetse haholo, empa la kotula hanyenyane; le a ja, empa ha le kgore; le a nwa, empa ha le kgolwe; le a apara, empa ha le futhumale; le ya amohelang moputso, moputso oo ha o mo thuse ka letho.” Morena wa mabotho o re: “Itekoleng he! Hlwellang dithabeng, le reme difate, le tlo tsosa Tempele e tla nkgotsofatsa, mme kahoo ke tlotliswe,” ho rialo Morena. “Le ne le lebeletse tjhai e ngata, empa bonang! le kotutse hanyenyane feela. Kotulo eo le e tlisitseng hae, ke ile ka e senya. Ke ka lebaka lang ke entseng jwalo?” ho rialo Morena wa mabotho. “Ke entse jwalo ka baka la Tempele ya ka, e ntseng e le dithako, athe e mong le e mong wa lona yena o thahasella ntlo eo e leng ya hae. Ke ka baka leo lehodimo le sa le nesetsang pula, le lefatshe le sa le medisetsang dijo. Ke omeleditse naha, le dithaba, le masimo a koro, le a morara, le a mohlwaare, le tsohle tse mediswang ke mobu; ka bolaisa batho le diphoofolo lenyora, le mesebetsi yohle ya matsoho a batho ka e nyopisa.” Yaba Serubabele, mora wa Shealetiele, le Joshua, mora wa Jehosadake, Moprista e Moholo, le masalla wohle a setjhaba, ba mamela lentswe la Morena Modimo wa bona, le molaetsa wa moporofeta Hagai, hobane a ne a ronngwe ke Morena Modimo wa bona. Setjhaba sa tshaba Morena haholo. Jwale Hagai, leqosa la Morena, a phatlalletsa setjhaba molaetsa wa Morena, a re: “Ke na le lona,” ho rialo Morena. Morena a susumetsa Serubabele, mora wa Shealetiele, mmusisi wa Juda; a susumetsa le Joshua, mora wa Jehosadake, Moprista e Moholo, le masalla wohle a setjhaba. Yaba ba a tla, ba qala ho haha Tempele ya Morena wa mabotho, Modimo wa bona. Tsena di etsahetse ka la mashome a mabedi a metso e mene la kgwedi ya botshelela, ka selemo sa bobedi sa puso ya kgosi Dariuse. Ka letsatsi la mashome a mabedi a motso o mong la kgwedi ya bosupa, Morena a bua ho moporofeta Hagai, a re: “Bua ho Serubabele, mora wa Shealetiele, mmusisi wa Juda, le ho Joshua, mora wa Jehosadake, Moprista e Moholo, le ho masalla wohle a setjhaba, o ba botse, o re: Na ho sa na le ya mong hara lona ya ka hopolang kamoo Tempele ee e neng e le ntle kateng mehleng ya pele? Kajeno le e bona e le jwang? Na ha le bone e se letho? Empa jwale beta pelo, wena Serubabele! ho rialo Morena. Beta pelo, wena Joshua, mora wa Jehosadake, Moprista e Moholo! Betang pelo, lona setjhaba sohle sa naha ena! ho rialo Morena. Sebetsang, hobane ke na le lona, ho rialo Morena wa mabotho. Jwalokaha ke ne ke le tshepise mohla le tswang Egepeta, ke ntse ke ena le lona ka moya, le se tshabe letho. “Morena wa mabotho o bua tjena: Haufinyane ke tla boela ke reketlisa mahodimo le lefatshe, le mawatle le mobu o sebataolo. Ke tla sisinya ditjhaba tsohle, mme matlotlo a ditjhaba kaofela a tla tliswa ka Tempeleng, e be e tlale tlotla ya ka, ho rialo Morena wa mabotho. Silefera ke ya ka, le yona kgauta ke ya ka, ho rialo Morena wa mabotho. Tlotla ya Tempele ena e ntjha e tla feta tlotla ya Tempele ya pele, ho rialo Morena wa mabotho. Ke tla tlisa kgotso ka tlung ena, ho rialo Morena wa mabotho.” Ka letsatsi la mashome a mabedi a metso e mene la kgwedi ya borobong, ka selemo sa bobedi sa puso ya Dariuse, Morena a bua ho moporofeta Hagai, a re: “Morena wa mabotho o bua tjena: Botsa baprista hore na Molao o reng: Ha motho a ka phuthela nama e halaleditsweng ka lemeno la kobo ya hae, ebe lemeno leno le thetsa bohobe, kapa lesheleshele, kapa veine, kapa ole, kapa sejo se seng feela, na tseo le tsona di tla halaletswa? ” Baprista ba mo araba, ba re: “Tjhe!” Yaba Hagai o re: “Haeba motho ya silafaditsweng ke ho ama setopo a ka thetsa e nngwe ya dintho tseo tse boletsweng, na di ka silafala?” Baprista ba mo araba, ba re: “E, di tla silafala.” Yaba Hagai o re: “ Ho jwalo le ho batho bana, le ho setjhaba sena se kapele ho nna, ho rialo Morena. Mesebetsi yohle ya matsoho a sona e jwalo, le tseo se nyehelang ka tsona ka Tempeleng di silafetse. “ Jwale ke a le kopa: Ho tloha kajeno nahanang se ileng sa etsahala mehleng ya pele, le eso ka le tsosa Tempele ya Morena. Ho ne ho le jwang? Ha motho a ne a eya setheng sa mabele, seo a lekanyang hore se etsa boima ba dikilo tse makgolo a mabedi, o ne a fumana tse lekgolo feela. Ha e mong a ne a eya morifing wa veine, ho ya kga dilethara tse lekgolo, o ne a fumana tse mashome a mane feela. Ke ile ka senya dijalo tsa lona ka phori, le ka boroku, le ka sefako, empa ha le a ka la kgutlela ho nna, ho rialo Morena. Ho tloha kajeno, ho tloha hona ka tsatsi lena la mashome a mabedi a metso e mene la kgwedi ya borobong, hopolang letsatsi lena leo ka lona ho neng ho etswe motheo wa Tempele ya Morena. Hopolang letsatsi lena hantle: Na ho sa na le peo e setseng ka sesiung? Ho fihlela jwale difate tsa morara, le tsa feiye, le tsa dikgarenate, le tsa mohlwaare, ha di eso behe ditholwana! “ Ho tloha ka tsatsi lena, ke tla le hlohonolofatsa. ” Ka letsatsi la mashome a mabedi a metso e mene la kgwedi, Morena a boela a bua ho Hagai, a re: “Bolella Serubabele, mmusisi wa Juda, hore ke tla reketlisa mahodimo le lefatshe. Ke tla phethola diterone tsa dikgosi, ke fedise matla a mebuso ya baditjhaba. Ke tla phethola dikariki tsa ntwa le ba di palameng; dipere di tla shwa, le bapalami ba tsona ba bolayane ka disabole tsa bona. “Mohla tsatsi leo, wena mohlanka wa ka, Serubabele, mora wa Shealetiele, ke tla o nka, ke o sebedise jwaloka lesale la ka la tiiso, hobane ke o kgethile,” ho rialo Morena wa mabotho. Ka kwedi ya borobedi ya selemo sa bobedi sa puso ya Dariuse, lentswe la Morena la fihla ho moporofeta Sakariya, mora wa Berekiya, setloholo sa Ido, la re: “Morena o ne a halefele baholoholo ba lona haholo. Ka baka leo, bolella setjhaba sena, o re: Morena wa mabotho o bua tjena: Kgutlelang ho nna, ho rialo Morena wa mabotho, le nna ke tla kgutlela ho lona, ho rialo Morena wa mabotho. Le se ke la etsisa baholoholo ba lona, bao baporofeta ba mehleng ya pele ba neng ba ba bolelle, ba re: Morena wa mabotho o bua tjena: Tlohelang metsamao ya lona e kgopo le diketso tsa lona tse kgopo hle, empa ha ba a ka ba mmamela, leha e le hona ho nkutlwa, ho rialo Morena. Jwale baholoholo ba lona ba hokae? Na baporofeta bona ba phela kamehla yohle? Ka bahlanka ba hae, e leng baporofeta, Modimo o ile a nea baholoholo ba lona melao le ditaelo, empa ba se ke ba mamela, yaba Modimo o a ba otla. “Jwale ba baka, ba re: Morena wa mabotho o ne a rerile ho re otla ka baka la metsamao ya rona le diketso tsa rona, mme o fela a phethile jwalo. ” Ka letsatsi la mashome a mabedi a metso e mene la kgwedi ya leshome le motso o mong, e leng kwedi ya Hlakola, ka selemo sa bobedi sa puso ya Dariuse, Morena a boela a bua le moporofeta Sakariya, mora wa Berekiya, setloholo sa Ido. Jwale Sakariya a bua, a re: Hara mpa bosiu ka bona pono: Ka bona motho ya palameng pere e kgunong! O ne a emisitse hara difate tsa mohlakola, tse ka kgohlwaneng. Kamora hae ho ne ho ena le dipere: tse kgunong, tse sootho, le tse tshweu. Ka botsa motho eo, ka re: “Monghadi, dintho tsee ke dintho ding?” Lengeloi le neng le bua le nna la araba, la re: “Ke tla o bontsha hore na ke dintho ding.” Yaba motho ya emeng hara difate tsa mohlakola o a araba, o re: “Batho bana ke bao Morena a ba rometseng ho tsamaya le lefatshe lohle.” Batho bao ba re ho lengeloi la Morena le emeng hara difate tsa mohlakola: “Re tsamaile le lefatshe lohle, mme re fumane hohle e le kgutso le kgotso.” Lengeloi la Morena la bua, la re: “Oho, Morena wa mabotho, ebe Jerusalema le metse ya Juda, eo o e halefetseng ka dilemo tsee tse mashome a supileng, o tla e hauhela neng?” Jwale Morena a kgothatsa lengeloi le neng le bua le nna, a le tshedisa. Lengeloi le neng le ntse le bua le nna la re: “Howeletsa, o re: Morena wa mabotho o bua tjena: Ke boulela Jerusalema le Sione haholo, feela ke mpa ke halefile haholo, ke halefetse baditjhaba ba iketlileng, hobane eitse ha ke ne ke halefile hanyenyane, yaba ba eketsa matshwenyeho a lona. “Ka baka leo, Morena o bua tjena: Ke kgutletse Jerusalema ho tla e hauhela, mme Tempele ya ka e tla tsoswa, ho rialo Morena wa mabotho. Le kgwele e methang e tla otlollelwa hodima Jerusalema, ho rialo Morena wa mabotho. “Howeletsa hape, o re: Morena wa mabotho o bua tjena: Metse ya ka e tla boela e eba le nala, Morena a tshedise Sione hape, a boele a ikgethele Jerusalema. ” Ka boela ka tadima, mme ka bona dinaka tse nne! Ka botsa lengeloi le neng le bua le nna, ka re: “Dintho tsee ke ding?” Lengeloi la nkaraba, la re: “Tsena ke dinaka tse qhalantseng Juda le Iseraele le Jerusalema.” Jwale Morena a mpontsha malala a mane. Ka botsa, ka re: “Malala aa a tlilo etsang?” Morena a nkaraba, a re: “Dinaka tsena ke tsona tse qhalantseng Juda, hoo ho sa kang ha eba le motho ya neng a ka phahamisa hlooho. Empa malala ana a tlilo tshosa le ho diha dinaka tsena, e leng baditjhaba ba ileng ba futuhela naha ya Juda, ba qhalakanya setjhaba sa yona.” Ka boele ka tadima, mme ka bona motho ya tshwereng kgwele e methang! Yaba ke a mmotsa, ke re: “O ya kae?” Motho eo a araba, a re: “Ke ilo metha Jerusalema, ke tle ke fumane bophara le bolelele ba yona.” Ka bona lengeloi le neng le bua le nna le atamela, mme lengeloi le leng la atamela ho tla le kgahlanyetsa. Lengeloi la bobedi la re ho la pele: “Matha, o yo bolella mohlankanyana eo, o re: Ka baka la bongata ba batho le ba mehlape, Jerusalema ha e na ho haheletswa ka marako. Nna ka sebele ke tla e kopela kamahohle, ke be lerako la mollo, ho rialo Morena, ke be tlotla kahara yona. “Tswang! Tswang! Balehang naheng e ka leboya,” ho rialo Morena, “hobane ke ne ke le qhalanyeditse diqoleng tse nne tsa lefatshe,” ho rialo Morena. “Tswa, wena Sione, wena ya phelang le Moradi wa Babilona!” Morena wa mabotho, yena ya ileng a ntlotlisa, a ba a nthoma ho baditjhaba ba ileng ba le tlatlapa, o re: “Ya le amang o thetsa thaka ya leihlo la ka. Ke tla otlollela letsoho la ka hodima bona, mme ba tla lobelwa ke ba kileng ba ba sebeletsa. Ke hona le tla tseba hore Morena wa mabotho o nthomme. “Howeletsa, o nyakalle, wena Moradi wa Sione, hobane ke a tla, ke tlilo dula le wena,” ho rialo Morena. “Mohla tsatsi leo baditjhaba ba bangata ba tla ikopanya le Morena, e be setjhaba sa hae. O tla dula le lona, mme le tla tseba hore Morena wa mabotho o nthomme ho lona. Naheng eo e halalelang Morena o tla inkela Juda, e be lefa la hae, a boele a ikgethele Jerusalema. Lona batho bohle, kgutsang ha le le kapele ho Morena, hobane o tswa ka Tempeleng ya hae e halalelang.” Morena a mpontsha Joshua, Moprista e Moholo, a eme kapele ho lengeloi la Morena, le Satane a eme ka letsohong le letona la Joshua, a itokisetsa ho mo qosa. Morena a re ho Satane: “Wena Satane, Morena o a o kgalemela! Morena ya ikgethetseng Jerusalema o a o kgalemela! Na motho eo hase lefatsa le hutsweng mollong le ntse le tuka?” Joshua o ne a eme kapele ho lengeloi, a apere diaparo tse ditshila. Lengeloi la bua le ba neng ba eme kapele ho lona, la re: “Mo hlobodiseng diaparo tsena tse ditshila!” La nto re ho Joshua: “Bona, ke fedisitse bokgopo ba hao, mme ke tla o apesa diaparo tse ntlentle.” Yaba lengeloi le re: “Mo rweseng tuku e hlwekileng hloohong.” Ba mo rwesa tuku e hlwekileng, ba mo apesa diaparo tse ntlentle, lengeloi la Morena le ntse le eme moo. Lengeloi la Morena la nto laya Joshua, la re: “Morena wa mabotho o bua tjena: Ha o ka tsamaya ditseleng tsa ka, wa mamela ditaelo tsa ka, o tla okamela Tempele ya ka le mabala a yona, mme o tla ba mosebeletsi jwaloka banna bana ba emeng mona. “ Oho, wena Joshua, Moprista e Moholo, wena le balekane ba hao ba dutseng kapele ho wena; lona bohle ba dupang tse molemo, mamelang mona: Ke tla romela mohlanka wa ka, e leng Lekala! Bonang, lejwe lena leo ke le beileng kapele ho Joshua ke lejwe le le leng, le nang le mahlakore a supileng, mme ke tla ngola hodima lona, ho rialo Morena wa mabotho. Ke tla fedisa sebe sa naha ena ka tsatsi le le leng. “ Mohla tsatsi leo, ho rialo Morena wa mabotho, motho ka mong o tla mema wa habo, ba dule tlasa sefate sa morara le tlasa sefate sa feiye. ” Lengeloi le neng le bua le nna la kgutla hape, la ntsosa jwalokaha ho tsoswa motho ya kgalehileng. La mpotsa, la re: “O bona eng?” Ka le araba, ka re: “Ha ke tadima, ke bona sedulwana sa mabone sa kgauta, se nang le sekgakeletso kahodimo. Mabone a supileng a hodima sehlomelo sena, le mapeno a supileng bakeng sa mabone ana a kahodima sedulwana sena. Ka mahlakoreng a sedulwana sena sa mabone, ho na le difate tse pedi tsa mohlwaare: Se seng ka tsohong le letona, se seng ka ho le letshehadi.” Yaba ke botsa lengeloi le neng le bua le nna, ke re: “Monghadi, dintho tsee ke dintho ding?” Lengeloi leo la araba, la re: “Ha o tsebe hore na dintho tsee ke dintho ding?” Ka araba, ka re: “Tjhe, monghadi.” Lengeloi la araba, le re: “Morena o bua tjena ho Serubabele: Hase ka dikgoka kapa ka matla o tlang ho atleha, empa ke ka Moya wa ka, ho rialo Morena wa mabotho. “Wena thabahadi towe! O eng? Kapele ho Serubabele o tla batalla feela, mme ho wena, yena o tla kgephola lejwe la ho qetela la Tempele, a le bee tulong tsa lona, ho ntse ho etswa ditlatse, ho thwe: Le letle hakaakang! Le letle hakaakang! ” Morena a boela a bua le nna, a re: “Serubabele o hahile motheo wa Tempele ena ka matsoho a hae, mme o tla be a qete ho e haha ka wona matsoho ao a hae. Ke moo le tla tseba hore Morena wa mabotho o nthomme ho lona. “Ke mang ya ka nyedisang letsatsi leo ka lona ho qalwang mesebetsi e fokolang? Batho ba tla nyakalla ha ba bona Serubabele a tshwere ka letsoho la hae kgwele e methang! Mabone ana a supileng ke mahlo a Morena, a thalatsang kahohle lefatsheng.” Ka boela ka botsa lengeloi, ka re: “Difate tse tse pedi tsa mohlwaare, tse ka tsohong le letona le ka ho le letshehadi la sedulwana sa mabone, tsona di bolelang?” Ka le botsa hape, ka re: “Makala aa a mabedi a mohlwaare, a kamathoko ho dipompo tse pedi tsa kgauta, tse ntshang ole e bosehla ba kgauta, wona a bolelang?” La nkaraba, la re: “Ha o tsebe hore na a bolelang?” Ka re: “Tjhe, monghadi.” Yaba le re: “A tshwantsha banna ba babedi, ba tlotseditsweng ho sebeletsa Morena wa lefatshe lohle.” Ka tadima hape, mme ka bona buka e fofang sebakeng! Lengeloi la mpotsa, la re: “O bona eng?” Ka le araba, ka re: “Ke bona buka e fofang sebakeng: Bolelele ba yona ke dimethara tse robong, bophara ba yona ke dimethara tse nne le halofo.” Yaba le re ho nna: “Bukeng ena ho ngotswe thohako e tla aparela naha kaofela. Ka lehlakoreng le leng thohako ena e bolela hore leshodu le leng le le leng le tla timetswa, ka ho le leng e bolela hore mang le mang ya hlapanyang ka leshano le yena o tla timetswa. Morena wa mabotho o bua tjena: Thohako ena ke tla e romella. E tla kena ka tlung ya leshodu, e kene le ka tlung ya ya hlapanyang ka leshano ka lebitso la ka. E tla kena ka tlung ya hae, e funtsolle marulelo a yona, e heletse le marako a yona. ” Yaba lengeloi le neng le bua le nna le a atamela, le re: “Tadima hodimo, o bone sena se tlang.” Ka le botsa, ka re: “Ke eng?” La nkaraba, la re: “Ke morifi.” La boela la re: “O tshwantsha bokgopo ba batho ba naha yohle.” Yaba ke bona sekwahelo sa loto, sa morifi oo, se kwahollwa, mme kahara morifi oo ho dutse mosadi. Lengeloi la re: “Enwa o tshwantsha Bokgopo!” Yaba le mo katella kahara morifi, la ba la o kwahela ka sekwahelo sa loto. Ha ke tadima hodimo ka bona basadi ba babedi ba etla ba fofa, mapheo a bona a kang a mokotatsle a kgile moya. Basadi bana ba phahamisetsa morifi ona hodimo. Ka botsa lengeloi le neng le bua le nna, ka re: “Basadi baa ba isa morifi oo hokae?” La nkaraba, la re: “Ba o isa naheng ya Babilona, moo ba ilo o hahela ntlo teng. Ha ntlo eo e se e hahilwe, ba tla bea morifi ono ditulong tsa wona.” Ka tadima hodimo hape, mme ka bona dikariki tse nne tsa ntwa di etswa pakeng tsa dithaba tse pedi tsa lethose! Kariki ya pele e ne e hulwa ke dipere tse kgunong, ya bobedi e hulwa ke tse ntsho, ya boraro e hulwa ke tse tshweu, ya bone yona e hulwa ke tse kwebu. Yaba ke botsa lengeloi le neng le ntse le bua le nna, ke re: “Monghadi, dintho tsee ke dintho ding?” Lengeloi la nkaraba, la re: “Ena ke meya e mene ya lehodimo, e tswang kapele ho Morena wa lefatshe lohle. Kariki e hulwang ke dipere tse ntsho e leba nqa leboya; e hulwang ke tse tshweu e leba nqa bophirimela; athe e hulwang ke tse kwebu yona e leba nqa borwa.” Dipere tse kwebu tsona ha di tloha di ile tsa potlakela ho haola le lefatshe lohle. Lengeloi la re: “Eyang, le haole le lefatshe lohle.” Kahoo dipere tseo tsa tloseletsa ho haola le lefatshe lohle. Yaba lengeloi le a howeletsa, le re ho nna: “Bona, dipere tse lebang naheng e ka leboya di kokobeditse kgalefo ya Morena naheng eo.” Morena a bua ho nna, a re: “Amohela dimpho tsa silefera le tsa kgauta ho ba kgutlang Babilona, bothopuweng, e leng bo-Heledai, le Tobiya, le Jedaya. Ha o qeta ho di amohela o ye ha Josiya, mora wa Sofonea. Ka silefera eo le ka kgauta eo o etse mofapahlooho, o o rwese Joshua, Moprista e Moholo, mora wa Josadake. O be o bolelle Joshua hore Morena wa mabotho o bua tjena: Monna ya bitswang Lekala ke enwa; o tla hlomela moo a leng hona teng, a hahe Tempele ya Morena. Ke yena ya tla haha Tempele ya Morena. O tla apeswa botlotlehi, a rene a dutse teroneng ya hae. Moprista le yena o tla dula teroneng ya hae, mme bobedi ba bona ba tla sebetsa mmoho ka kgotso le ka kutlwano. Ha e le mofapahlooho wona o tla bewa ka Tempeleng ya Morena, e le hore ho tle ho hopolwe molemo wa bo-Heledai, le Tobiya, le Jedaya, le Hene, mora wa Sofonea. “Batho ba tla tloha hole, ba tlo thusa ho haha Tempele ya Morena. Ke moo le tla tseba hore Morena wa mabotho o nthomme ho lona. Tsena tsohle di tla phethahala ha le ka mamela lentswe la Morena Modimo wa lona.” Ka selemo sa bone sa puso ya kgosi Dariuse, Morena a boela a bua ho Sakariya. E ne e le ka letsatsi la bone la kgwedi ya borobong, e leng ya Pudungwana. Baahi ba Bethele ba ne ba ile ba roma bo-Saresere le Regeme-Meleke, ba ena le batho ba bona, ho ya rapela Morena, le ho ya botsa baprista ba Tempele ya Morena wa mabotho, le baporofeta, ba re: “Na re tshwanela ho lla le ho itima dijo ka kgwedi ya bohlano, jwalokaha re nnile ra etsa ka dilemo tse ngatangata?” Yaba Morena wa mabotho o bua ho nna, o re: “Ako botse setjhaba sohle sa naha ena, le baprista, o re: Ha le ne le itima dijo, le bina kodi-ya-malla ka kgwedi ya bohlano le ya bosupa, ka dilemo tse mashome a supileng, na le ne le hlile le itima ka baka la ka? Na ha le ne le eja, le enwa, le ne le sa itjelle le ho inwella e le lona? Na see hase sona seo Morena a neng a se bolele ka baporofeta ba boholoholo, mehleng ya ha Jerusalema e sa na le baahi, mme e atetswe ke nala, yona le metse e e potapotileng, le naha e ka Borwa le e diphuleng? ” Morena wa mabotho a boela a bua ho Sakariya, a re: “Morena wa mabotho o bua tjena: Ahlolelanang ka toka, le be mosa, mme le utlwelane bohloko. Le se ke la hatella mohlolohadi, leha e le kgutsana, moditjhaba kapa mofutsana. Motho a se ke a rerela ngwanabo bokgopo. “Empa setjhaba se ile sa hana ho mmamela; sa eba manganga; sa ithiba ditsebe. Sa thathafatsa dipelo tsa sona jwaloka lejwe la moralla, e le hore se se ke sa utlwa molao le dipolelo tseo Morena wa mabotho a neng a se boleletse tsona ka Moya wa hae, ka baporofeta ba mehleng ya boholoholo. Kahoo Morena wa mabotho o ile a halefa haholo. “ Jwalokaha ba sa ka ba mamela ha ke ne ke ba bitsa, le nna ha ke a ka ka ba mamela ha ba ipiletsa ho nna, ho rialo Morena wa mabotho. Ka sefefo ke ile ka ba qhalanyetsa dinaheng disele, moo ba sa tsejweng. Ba siya naha ya bona e le nanaola, e se na baahi. Naha ya bona e ntle ya fetoha nanaola jwalo. ” Morena wa mabotho a boela a bua ho nna, a re: “Morena wa mabotho o bua tjena: Ke boulela Sione haholo; ke e boulela ke halefile haholo.” Morena o bua tjena: “Ke kgutlela Sione, mme ke tla aha Jerusalema. Kahoo Jerusalema e tla bitswa Motse wa Nnete, le thaba ya Morena wa mabotho e bitswe Thaba e Halalelang.” Morena wa mabotho o bua tjena: “Maqheku le maqhekwana a tla boela a dula diterateng tsa Jerusalema, e mong le e mong a ikokotlela ka lere ka baka la boqheku. Bashanyana le banana ba tla tlalatlala diterateng tsa motse, ba bapalle hona teng.” Morena wa mabotho o bua tjena: “Leha ka nako eo masalla a setjhaba sena a ka bona e ka hona ke mohlolo, empa ho nna hase mohlolo,” ho rialo Morena wa mabotho. Morena wa mabotho o bua tjena: “Bonang! Ke tla lopolla setjhaba sa ka dinaheng tse ka botjhabela le tse ka bophirimela. Ke tla se kgutlisetsa Jerusalema, se tlo aha teng. E tla ba setjhaba sa ka, mme nna ke tla ba Modimo wa sona ya tshepahalang, ya lokileng.” Morena wa mabotho o bua tjena: “Jwale lona ba utlwang se builweng ke baporofeta ba neng ba le teng mohla ho bewang motheo wa Tempele ya Morena wa mabotho, tsohang molota, le hahe Tempele ena. Pele ho nako eo, ho ne ho sa hirwe motho kapa pelesa. Ho ne ho se ya phethang mosebetsi wa hae ka bolokolohi ka baka la ho tshaba dira tsa hae, hobane nna ke ne ke qabantse motho le ngwanabo. Empa jwale masalla a setjhaba sena ha ke sa tla a etsa seo ke neng ke se etse ho setjhaba sena mehleng e fetileng,” ho rialo Morena wa mabotho. “Tjhai e tla ba kgolo, morara o behe haholo, mobu o atlehise dijalo, mahodimo a nese pula e ngata. Ke tla sitsa masalla a setjhaba sena ka dintho tsena tsohle. Lona ba ntlo ya Juda le ba ntlo ya Iseraele, le bile sesupo sa thohako ho ditjhaba tsohle; jwale ke tla le pholosa, le tle le be sesupo sa tlhohonolofatso. Betang dipelo! Se tshabeng letho!” Morena wa mabotho o bua tjena: “Jwalokaha ke ile ka rera ho le dihela koduwa, mme ka hloka mohau ha bontata lona ba ne ba nkgalefisitse,” ho rialo Morena wa mabotho, “kajeno ke rerile ho etsetsa Jerusalema le Juda molemo. Se tshabeng letho! Tsena ke tseo le tshwanelang ho di etsa: Le bolellane nnete, le ahlolelane ka ho loka le ka nnete makgotleng a lona, hore kgotso e tle e be teng. Le se ke la rerelana bora, le se ke la hlapanya ka leshano. Tsena tsohle ke di hloile,” ho rialo Morena. Morena wa mabotho a boela a bua ho nna, a re: “Morena wa mabotho o bua tjena: Ha ho itingwa dijo ka kgwedi ya bone, le ka kgwedi ya bohlano, le ka ya bosupa, le ka ya leshome, e tla ba matsatsi a thabo le a nyakallo, e be mekete e monate ho ba ntlo ya Juda. Kahoo ratang nnete le kgotso.” Morena wa mabotho o bua tjena: “Ba ditjhaba tse ngata le ba metse e mengata ke hona ba tla tla. Baahi ba motse o mong ba tla ya ho ba motse o mong, ba re: A re yeng kapelepele ho ya rapela Morena, mme re ipiletse ho Morena wa mabotho. Le rona re tla ya. Kahoo ditjhaba tse ngata, tse matla, di tla tla Jerusalema ho tla rapela Morena wa mabotho le ho ipiletsa ho yena.” Morena wa mabotho o bua tjena: “Mohlang oo banna ba leshome ba dipuo tsohle le ba ditjhaba tsohle ba tla tshwara Mojuda a le mong ka qola ya kobo ya hae, ba re: Ako re re ye le lona, hobane re utlwile hore Modimo o na le lona. ” Ona ke molaetsa wa Morena: Molaetsa o fihlile naheng ya Hadarake, mme o tla hlola motseng wa Damaseka. Motsemoholo wa Arame ke wa Morena, le merabe yohle ya Iseraele ke ya hae. Hamate e sehelanang moedi, e o sehelane le Hadarake le yona e ntse e le ya Morena, le Tire le Sidone tse bohlale haholo. Tire e ikgahetse qhobosheane, ya ipokellela silefera, silefera e le ngata sa hlabathe le bokeletswe, ya ipokellela le kgauta, kgauta e le ngata sa seretse diterateng. Empa Morena o tla hapa maruo a yona, dikepe tsa yona a di pshatlele lewatleng, ebe motse wona o o tjhesa ka mollo. Ashekelone e tla bona, e tshohe haholo, Gasa yona e meneke ke bohloko, Ekerone le yona e fellwe ke tshepo. Kgosi ya Gasa e tla timetswa, Ashekelone yona e hloke baahi. Ashedode e tla ba leaho, aho la dikgaupane, boikakaso ba Bafiletsita ke bo fedise. Nama e madi, eo ba e jang, ke tla e fedisa, le nama tse ilehang tsa bona ke di fedise. Ba setseng e tla ba ba Modimo wa rona, le bona ba tshwane le ba morabe wa Juda, ba Ekerone bona ba tshwane le Bajebusi. Ke tla lalla pela ntlo ya ka, ke lalle pela yona ke e lebele, mabotho a e futuhelang ke a thibele. Tjhaba sa ka ha se sa tla hlolwa ke motlatlapi, hobane jwale se lebetswe ke nna ka sebele. Wena Moradi wa Sione nyakalla haholo! Wena Moradi wa Jerusalema etsa ditlatse! Bona! Kgosi ya hao e tla ho wena; e lokile, e tlisa topollo, e ikokobeditse, e palame tonki, e palame petsana ya tonki. Morena o re: “Ke tla amoha Efraime kariki tsa ntwa, ke amohe Jerusalema dipere tsa ntwa, seqha sa ntwa ebe sona ke a se roba. Kgosi eo e tla tlisetsa ditjhaba kgotso, e buse ho akaretsa mawatle wohle, e buse ho tloha Nokeng ya Euferatese, e yo fihla pheletsong tsa lefatshe.” Morena o re: “Ka baka la selekane sa rona le wena, se tiisitsweng ka madi a mahlabelo, bathopuwa ba hao ke tla ba lokolla, ke ba ntshe ledumeleng le se nang metsi. Lona bathopuwa ba nang le tshepo, kgutlelang qhobosheaneng ya lona; e sa le jwale ke se ke le tsebisa: Ke tla le buseletsa tsohle habedi. Ke tla koba Juda sa ha ke koba seqha. Efraime yena e be motsu wa sona. Ke tla hlohleletsa bara ba Sione, ke ba etse sabole ya mohlabani, ba futuhele bara ba Bagerike.” Ke moo Morena a tla hlaha, a ba okamele, motsu wa hae o tsekeme sa lehadima. Morena Modimo o tla letsa lenaka, a tsamaye kahara difefo tsa borwa. Morena wa mabotho o tla ba sireletsa, dira tsa bona ba tla di timetsa, ba di hlole ka majwe a matjeketjane. Madi a tsona ba tla a nwa sa veine, ba sasamatse dimpa sa lefiswana le tletse, ba a kganathele sa manaka a aletare. Mohla tsatsi leo ba tla pholoswa, Morena Modimo wa bona, o tla ba pholosa, hobane tjhaba sena ke mohlape wa hae. Kahara naha ya hae ba tla phatsima, ba phatsime sa mabenyane a mofapahlooho. Ba tla kgahleha, ba be batle hakaakang! Koro e tla matlafatsa bahlankana, veine e ntjha e matlafatse barwetsana. Kopang Morena ho le fa pula, selemo, kaha ho fehla maru a pula o a ho tseba. O nesetsa batho pula ya ditlwebelele, a e nesetse bohle, le dijalo hara masimo. Dipolelo tsa medingwana ke tsa bohata, pono tsa bonwang ke dinohe ke tsa leshano, di bolela toro tse se nang nnete. Matshediso a dinohe tsena ha a na thuso; setjhaba se lelera sa mohlape-maitisi, se tsielehile ke ho hloka modisa. Morena o re: “Kgalefo ya ka e tloketse badisa, kahoo baetapele bana ke tla ba otla. Morena wa mabotho o tla baballa mohlape wa hae, e leng ba ntlo ya Juda, ba tshwana le pere e mabela ya ntwa. Lejwe la mantla le tla tswa ho Juda, thakgisa ya tente e tswe ho yena, seqha sa ntwa le sona se tswe ho yena, le babusi bohle ba tla tswa ho yena. Bohle e tla ba dinatla tsa batho, dira tsa bona ba di hatakele, ba di kgotlelle diretseng ba le ntweng. Ba tla lwana, hoba Morena o a ba thusetsa, bapalami ba dipere ba phasaphase. “Ke tla matlafatsa ba ntlo ya Juda, ba ntlo ya Josefa ke ba pholose. Ke tla ba kgutlisetsa ha habo bona, hobane ke ba utlwela bohloko. Ba tla ka bao ke ne ke eso ba lahle, hobane nna ke Morena, Morena Modimo wa bona, ke tla amohela thapelo tsa bona. Ba Efraime e tla ba dinatla tsa batho, pelo tsa bona di nyakalle ke thabo, di nyakalle, e ke ba nwele veine. Bana ba bona ba tla bona, ba be ba thabe, pelo tsa bona di nyakallele Morena. Ke tla ba hwehla, ke ba kgobokanye, hobane ke na ya ba lopolotseng; ba tla ba bangata sa mohla monene. Leha ke ba qhalanyeditse hara baditjhaba, ba tla nne ba nkgopole ba le naheng tse hole, bona le bana ba bona ba tla phela, ba be ba kgutlele ha habo bona. Ke tla ba kgutlisa naheng ya Egepeta, ke ba phuthe, ba kgutle Asiria. Ke tla ba tlisa Gileade, ke ba tlise le Lebanone, ho fihlela naha tseo di sa ba lekane. Ke tla ba tshedisa lewatle la ditlokotsi, maqhubu a bilohang ke a bobise, dikweetsa tsohle tsa Nile ke di pshese. Boikakaso ba Asiria bo tla kokobetswa, puso ya Egepeta le yona e fele. Matla a bona a tla tswa ho Morena, ba mo kgumamele, ba mo hlomphe,” ho rialo Morena. Wena Lebanone, bula menyako ya hao, mollo o tlo tjhese kedare tsa hao! Wena fate sa phaena, bokolla, o lle hobane kedare e robehile, difate tse bohehang di suhlamane! Lona eike tsa Bashane bokollang hobane moru o opaneng o kgethutswe! Utlwang ha badisa ba bokolla, ba bokolla hoba makgulo a senyehile! Utlwang ditawana ha di puruma; meru e opaneng ya Jorodane e senyehile! Morena Modimo wa ka, o bua tjena: “Alosa mohlape o tla hlajwa. Ba o rekang ba a o hlaba, ebe ba re ha ba na molato. Ba o rekisang, bona ba re: Ho bokwe Morena, jwale re barui! Badisa ba wona le bona ha ba o qenehele. Nke ke ka hlola ke hauhela baahi ba lefatshe,” ho rialo Morena. “Ke tla neelana ka e mong le e mong ho ya ahisaneng le yena, le ho kgosi ya hae. Ha naha e hatakelwa, ha nka ke ka e namolela matsohong a bona.” Kahoo ke ile ka alosa mohlape o tla hlajwa, haholoholo o neng o tlatlapuwa. Ka nka melamu e mmedi: O mong ka re ke Mohau, o mong ka re ke Kutlwano; yaba ke alosa mohlape jwalo. Ka kgwedi e le nngwe ka bolaya badisa ba bararo, hobane ba ne ba ntenne, ba se ba ntlhoile. Yaba ke bua ho mohlape, ke re: “Ha nka ke ka hlola ke le alosa. Tse tlamehang ho shwa di shwe; tse timetswang di timetswe; tse salang tsona di jane.” Yaba ke nka molamu wa ka o bitswang Mohau, ke o roba dikoto tse pedi; ka mokgwa o jwalo ka fedisa selekane seo Morena a neng a se entse le ditjhaba tsohle. Sa fediswa hona mohla tsatsi leo, mme bahwebi ba neng ba ntadimile ba utlwisisa hore tsena tsohle ke tse builweng ke Morena. Yaba ke re ho bona: “Haeba le bona ho lokile, ntefeng moputso wa ka; ho seng jwalo le itjelle wona.” Yaba ba ntefa moputso wa ditjhelete tsa silefera tse mashome a mararo. Morena a bua ho nna, a re: “Di akgelle sebopi sa dipitsa!” Ka nka ditjhelete tseo tsa silefera tse mashome a mararo, e leng moputso o moholo, oo ba neng ba re o a ntokela, ka di akgella sebopi sa dipitsa ka Tempeleng ya Morena. Jwale ka roba molamu wa ka wa bobedi, o bitswang Kutlwano; ka mokgwa o jwalo ka fedisa selekane se pakeng tsa Juda le Iseraele. Yaba Morena o re ho nna: “O boele o nke melangwana ya modisa ya sethoto. Ke tla boela ke bea modisa e mong naheng ena. Yena ha a ka ke a tsotella tse lahlehileng, kapa a batla dikonyana, kapa a phekola tse robehileng, kapa a fepa tse phelang hantle. O tla itjella dinku tse nonneng, a ba kokone le dikgolana tsa tsona. “Ho madimabe modisa wa ka ya sethoto, modisa ya siyang mohlape, a o siye swalabahla! Sabole e ke e mo hlathe letsoho, e ntshe kgodu ihlong le letona la hae! Letsoho la hae le ke le omelle, ihlo la hae le letona le foufalle ruri!” Ona ke molaetsa wa Morena. Lena ke lentswe la Morena malebana le Iseraele. Morena ya adileng mahodimo, ya theileng lefatshe, ya buduletseng moya kahare ho motho, o re: “Ke tla etsa hore Jerusalema e be senwelo sa veine, se etsang hore ditjhaba tsohle tse e potapotileng, di thekesele. Juda e tla etsetswa thibella, esita le yona Jerusalema. Mohla tsatsi leo, ke tla fetola Jerusalema lefika le ke keng la sisinngwa ke ditjhaba tsohle. Bohle ba lekang ho le sisinya le tla ba pitla. Ditjhaba tsohle tsa lefatshe, di tla e dikanela. Mohla tsatsi leo, ke tla tshosa pere e nngwe le e nngwe, ke hlantshe mopalami wa yona,” ho rialo Morena. “Ke tla ela sedi ba ntlo ya Juda, ebe ke foufatsa dipere tsohle tsa ditjhaba. Jwale baholo ba Juda ba tla bua ka pelo, ba re: Baahi ba Jerusalema ba matlafatswa ke Morena wa mabotho, Modimo wa bona. “Mohla tsatsi leo, ke tla fetola baholo ba Juda, ke ba etse pitsa e hlenneng hara tetema ya mollo, e ke serumola se tukang hara mangata a koro. Ba tla bolaya ditjhaba tsohle tse e potapotileng, empa Jerusalema yona e tla sala e ntse e ena le baahi moo e leng teng. “Morena o tla pholosa ditente tsa Juda pele, e le hore tlotla ya ntlo ya Davida le tlotla ya baahi ba Jerusalema e tle e se ke ya feta ya Juda. Mohla tsatsi leo, Morena o tla sireletsa baahi ba Jerusalema, e le hore ba fokolang haholo hara bona ba tle ba be jwaloka Davida, le ntlo ya Davida e be jwaloka Modimo, jwaloka lengeloi la Morena le ba etellang pele. Mohla tsatsi leo, ke tla timetsa ditjhaba tsohle tse futuhelang Jerusalema. “Ke tla theolela moya wa kutlwelobohloko le wa thapedi hodima ntlo ya Davida le hodima baahi ba Jerusalema. Ba tla tadima nna eo ba mo hlabileng, ba mo llele jwaloka ya llelang ngwana ya inotshi; ba mo sarellwe habohloko jwaloka ya llelang mora wa hae wa letsibolo. Mohla tsatsi leo, sello sa Jerusalema e tla ba sa mmokotsane, se tshwane le sa mohla ho neng ho llelwa Hadade-Rimone, phuleng ya Megido. Naha e tla lla, lelapa ka leng le lle ka bolona, le basadi ba lle ba le bang: Lelapa la Davida le basadi ba lona, lelapa la Nathane le basadi ba lona, lelapa la Levi le basadi ba lona, lelapa la Shimei le basadi ba lona, le malapa a mang wohle le basadi ba wona. “Mohla tsatsi leo, sediba se tla ba teng, seo ba ntlo ya Davida le baahi ba Jerusalema, ba tla hlwekiswa sebe le ditshila tsa bona ho sona. “Ka lona tsatsi leo, le tla fedisa mabitso a medimo ya bohata kahara naha, e le hore a tle a se ke a hlola a hopolwa,” ho rialo Morena wa mabotho. “Ke tla tlosa le baporofeta le moya o sa hlwekang naheng ena. Haeba ho ena le e mong ya ka nnang a porofeta, bo-ntatae le mmae ba mo tswetseng ba tla bua ho yena, ba re: O ke ke wa phela, hobane o bua leshano ka lebitso la Morena. Bo-ntatae le mmae ba tla mmolaya a ntsa porofeta. “Mohla tsatsi leo, moporofeta ka mong o tla hlabiswa dihlong ke pono tsa hae tsa boporofeta. Ha a ka ke a apara seaparo sa boporofeta se entsweng ka boya, e le hore a tle a thetse. O tla re: Nna ha ke moporofeta, ke molemi; haesale ke phela ka mobu ho tloha botjheng ba ka. Haeba e mong a ka mmotsa, a re: Mehwabadi ee ke yang e mmeleng wa hao? O tla araba, a re: Ke ya ha ke ne ke shapuwa ke metswalle ya ka ka matlung a yona. “Tsoha, wena sabole, o lwantshe modisa wa ka, o lwantshe yena ya haufi le nna!” ho rialo Morena wa mabotho. “Otla modisa, dinku di tle di qhalane; nna ke tla otla le dikonyana. Hara naha yohle,” ho rialo Morena, “ke tla otla karolo tse pedi tsa mohlape, ke di otle, ke be ke di timetse, ya boraro yona e sale e phela. Ena ya boraro e tla feta hara mollo, ke e hlwekise sa silefera ha e hlwekiswa, ke e hlahlobe sa kgauta ha e hlahlojwa. Tjhaba sa ka se tla ipiletsa ho nna, jwale nna ke tla se araba, ke re: Sena ke sona setjhaba sa ka, mme sona se tla bolela, se re: Morena ke yena Modimo wa rona. ” Bona, letsatsi la Morena le a tla, leo ka lona tse hapilweng ho wena di tla arolelwa kahara motse wa Jerusalema. Ke tla bokella ditjhaba tsohle ho tla lwantsha Jerusalema; motse ona o tla haptjwa, matlo a lobelwe, le basadi ba betwe. Halofo ya baahi ba motse e tla thopuwa, empa masalla a bona a tla nne a be teng motseng ona. Morena o tla futuhela ditjhaba tseo, jwalokaha a e hlanaka mohla tsatsi la ntwa. Mohla tsatsi leo, Morena o tla ema Thabeng ya Mehlwaare, e ka botjhabela ho Jerusalema. Thaba ya Mehlwaare e tla petsoha ka lehare, ho tloha botjhabela ho isa bophirimela, ho hlahe kgohlo e tebileng; karolo e nngwe ya thaba e tla ya leboya, e nngwe yona e ye borwa. Le tla baleha le fete kgohlo ya thaba ya ka hobane kgohlo ya dithaba e tla be e hobaletse ho ya fihla Asale. Le tla baleha jwalokaha le ne le balehe ha lefatshe le reketla mehleng ya puso ya Usiya, kgosi ya Juda. Jwale Morena Modimo wa ka, o tla tla a ena le bahalaledi bohle. Mohla tsatsi leo, ho ke ke ha eba le kganya, leha e le mohatsela, kapa serame sa lala. E tla ba letsatsi le sa tshwaneng le a mang, letsatsi le tsejwang ke Morena feela, letsatsi le se nang nyene kapa bosiu. Ka phirimana kganya e tla nne e be teng. Mohla tsatsi leo, metsi a bophelo a tla phalla a etswa Jerusalema, halofo ya wona e phallele lewatleng le ka botjhabela, halofo e nngwe yona e phallele lewatleng le ka bophirimela. Ho tla ba jwalo hlabula le mariha. Morena e tla ba yena kgosi ya lefatshe lohle. Mohla tsatsi leo, Morena o tla ba mong, le lebitso la hae e be lona le inotshi. Naha yohle e tla ba lehwatata ho tloha Geba ho ya fihla Rimone, ka borwa ho Jerusalema. Empa Jerusalema e tla phahamiswa, e nne e be tulong tsa yona, e leng ho tloha Kgorong ya Benjamine ho ya fihla Kgorong ya Pele, le ho ya Kgorong ya Sekgutlo; le ho tloha Toreng ya Hananele ho ya fihla ditlhotlelong tsa veine tsa kgosi. E tla ba le baahi, mme ha e sa tla hlola e timetswa. Jerusalema e tla sireletswa. Lena ke lona lefu la sewa, leo ka lona Morena a tla otla ditjhaba tsohle tse lwantshitseng Jerusalema: Dinama tsa tsona di tla bola, tsona di ntse di phela, mahlo a tsona a sale e le mehoboko, le maleme a tsona a bolle mahalapeng a tsona. Mohla tsatsi leo, Morena o tla etsa hore batho ba tshohe haholo. Motho o tla tshwara wa habo ka letsoho, mme ba tla lwantshana. Juda le yona e tla lwantsha Jerusalema. Maruo a ditjhaba tsohle tse e potapotileng a tla bokellwa hammoho: Kgauta e ngata le silefera e ngata, le diaparo tse ngata haholo. Lefu la sewa le tshwanang le lena le tla bolaya dipere, le dimmeile, le dikamele, le ditonki, le diphoofolo tsohle tse ka diahelong tseo. Ke moo masalla a tswang ditjhabeng tsohle tse ileng tsa futuhela Jerusalema a tla nyolohela teng ka selemo le selemo, ho ya kgumamela Kgosi, Morena wa mabotho, le ho ya keteka Mokete wa Maphephe. Haeba ditjhaba tse ding tsa lefatshe di ke ke tsa nyolohela Jerusalema ho ya kgumamela Kgosi, Morena wa mabotho, pula e ke ke ya na dinaheng tsa tsona. Haeba setjhaba sa Egepeta se sa nyolohe ho ya kgumamela Kgosi, Morena wa mabotho, pula e ke ke ya na naheng ya sona; se tla welwa ke lefu la sewa, leo ka lona Morena a bolayang ditjhaba tse sa nyoloheleng Jerusalema, ho ya keteka Mokete wa Maphephe. Ena e tla ba yona kotlo ya Egepeta le kotlo ya ditjhaba tsohle tse sa nyoloheleng Jerusalema ho ya keteka Mokete wa Maphephe. Mohla tsatsi leo, mantswe ana a tla ngolwa hodima ditshepe tse melaleng ya dipere, ho thwe: “Ke tse kgethetsweng Morena.” Dipitsa tsa ho pheha tse ka Tempeleng ya Morena, di tla ka mafiswana a kapele ho aletare. Dipitsa tsohle tse Jerusalema, le tse metseng yohle ya Juda, di tla kgethelwa Morena wa mabotho, mme bohle ba tlilo nyehela ka sehlabelo ba tla nka tse ding tsa dipitsa tsena, ba phehe ka tsona. Mohla tsatsi leo, ha ho sa tla ba Mokanana ka Tempeleng ya Morena wa mabotho. Ona ke molaetsa wa Morena. Morena a bua ho Baiseraele ka molomo wa Malakiya, a re: “Ke a le rata,” ho rialo Morena. “Empa lona le a mpotsa, le re: O re bontshitse jwang hore o a re rata? “Na Esau e ne e se ngwanabo Jakobo?” ho rialo Morena. “Leha ho le jwalo ke ile ka rata Jakobo, Esau yena ka mo hloya, ka fetola dithaba tsa hae matswatlare, lefa la hae lona ka le tlohella dibatana tsa naha.” Baedomo ba ka nna ba re: “Leha re ripitlilwe, re tla boela re tsosa dithako tsa rona,” empa Morena wa mabotho o bua tjena: “Ba tla haha, empa nna ke tla heletsa. Ba tla bitswa Naha e Kgopo, ba bitswe setjhaba seo Morena a se halefelang kamehla.” Tsena le tla di bona ka mahlo a lona, ebe le re: “Morena o moholo; boholo ba hae bo tsejwa le ka nqane ho meedi ya naha ya Iseraele!” “Mora o hlompha ntatae, mohlanka le yena o hlompha monga hae. Haeba nna ke le ntata lona, ha le ntlhomphe keng? Haeba nna ke le monga lona, ha le ntshabe keng?” ho rialo Morena wa mabotho. “Lona baprista, ke lona ba tlontlollang lebitso la ka. “Empa le a mpotsa, le re: Re tlontlolotse lebitso la hao jwang?>*** “Aletareng ya ka le nyehela ka dijo tse silafetseng. “Empa le a mpotsa, le re: Re o hlompholotse jwang? “Ke ha le re tafole ya Morena e a eiseha. Na ke hantle ha le nyehela ka phoofolo e foufetseng, le nketsetsa sehlabelo ka phoofolo e hlotsang kapa e kulang? Lekang feela le nyehelle mmusi wa lona ka phoofolo e jwalo! Na hoo ho ka mo thabisa? Na le ka amoheleha ho yena?” ho rialo Morena wa mabotho. “Jwale lona le re: A re ipiletseng ho Morena hore a re hauhele. Na a ka le amohela ka dinyehelo tse jwalo?” ho rialo Morena wa mabotho. “Hoja e mong wa lona a ka mpa a kwala mamati a Tempele, le tle le se ke la hotetsa mello e se nang thuso hodima aletare ya ka! Ha ke a le thabela ho hang!” ho rialo Morena wa mabotho. “Le nyehelo e tswang matsohong a lona ha nka ke ka e amohela. Ho tloha botjhabela ho isa bophirimela, lebitso la ka le tla ba leholo hara ditjhaba. Dibakeng tsohle ke tla nyehellwa ka sehlabelo sa mokubetso, le sa dinyehelo tse hlwekileng, hobane lebitso la ka le tla ba leholo hara ditjhaba,” ho rialo Morena wa mabotho. “Empa lona le ntlontlolla ka ho bua ka tafole ya Morena, le re: E silafetse! Le ka dijo tsa yona le re: Di a nyediseha! Le bile le re: Ke ntho e tenang hakaakang! mme le e swenyetsa dinko,” ho rialo Morena wa mabotho. “Ha le tlisa phoofolo e utswitsweng, kapa e hlotsang, kapa e kulang, mme le nnyehella ka yona, na nka e amohela matsohong a lona?” ho rialo Morena. “Ho madimabe mothetsi eo ereng ha a ena le phoofolo e tona mohlapeng wa hae, e ka amohelehang, a ikane hore o tla nyehela ka yona, empa ebe o etsetsa Morena sehlabelo ka e nang le sepha! Etswe nna ke kgosi e kgolo,” ho rialo Morena wa mabotho, “mme ke lokela ho hlomphuwa hara ditjhaba. “Jwale lona baprista ke a le laya. Haeba le sa mmamele, le sa tsotelle ho ntlotlisa,” ho rialo Morena wa mabotho, “ke tla le dihela thohako, ke le amohe mahlohonolo a lona. E, ke se ke le amohile wona, hobane ha le ntsotelle! “Ke tla timetsa ditloholo tsa lona, ke le phare mahlong ka moswang wa mahlabelo a lona a mekete; le be le lahlelwe le wona kantle. Kahoo le tla tseba hore ke nna ya le neileng taelo e le hore selekane sa ka le Levi se se ke sa fela,” ho rialo Morena wa mabotho. “Ke ne ke entse selekane le yena: Ka mo nea bophelo le kgotso; ka mo ruta ho ntlhompha, mme a fela a ntlhompha, a ntshaba. O ile a ruta thuto ya nnete, a se ke a bua leshano. A tsamaya le nna ka kgotso le ka ho loka, mme a sokolla ba bangata sebeng. “Dipolelo tsa moprista di tshwanela hore e be tse nang le tsebo, e le hore batho ba tle ba ithute ka tsona, hobane moprista ke leqosa la Morena wa mabotho. Empa lona le kgelohile tsela ena, la ba la kgelosa ba bangata ka thuto ya lona; selekane sa Balevi le se fetotse lefeela,” ho rialo Morena wa mabotho. “Kahoo le nna ke entse hore le nyedisehe, setjhaba sohle se le telle, hobane ha le a ka la natsa ditsela tsa ka, empa le bontshitse leeme dinyeweng.” Na rona bohle ntata rona ha a mong? Na ha re a boptjwa ke Modimo a le mong? Ke ba baka lang ha re silafatsa selekane sa baholoholo ba rona ka ho hlokelana botshepehi? Juda o hlokile botshepehi, dintho tse manyala di entswe naheng ya Iseraele le Jerusalema: Ka ho nyala moradi wa modimo osele, Juda o silafaditse Sehalalelo seo Morena a se ratang. Mang kapa mang ya etsang tsena Morena a ke a mo leleke setjhabeng sa Iseraele, leha a ka tlisa dinyehelo ho Morena wa mabotho. Hapehape le etsa tjena: Le a lla, le a bokolla, le kolobisa aletare ya Morena wa mabotho ka dikgapha, hobane Morena a hana ho tadima dinyehelo tsena, leha e le ho amohela dimpho tseo le mo etsetsang tsona. Jwale le a mpotsa, le re: “Ke ka baka lang?” Ke hobane Morena o tseba se etsahetseng pakeng tsa hao le mosadi wa hao wa matswathaka. O ile wa mo hlokela botshepehi, le hoja le ne le entse selekane sa hore e be mosadi wa hao. Na hase Morena ya entseng hore monna le mosadi e be ntho e le nngwe? Ke ba hae ka nama le ka moya. Ke hobaneng ha a ba entse hore e be ntho e le nngwe? Ke hobane a ne a batla bana ba mo hlomphang. Kahoo o itlhokomele, o se sitelwe mosadi wa hao wa matswathaka. “Ke hloile tlhalano,” ho rialo Morena, Modimo wa Iseraele; “ke hloile ha monna a etsetsa mosadi wa hae sehloho se jwalo. Hlokomela hore o se fetohele kano ya hao ya ho tshepahala ho mosadi wa hao,” ho rialo Morena wa mabotho. Le kgathaditse Morena ka dipuo tsa lona. Le a mpotsa, le re: “Re mo kgathaditse jwang?” Le mo kgathaditse ha le re: “Bohle ba etsang bokgopo ba lokile mahlong a Morena, mme Morena o a ba thabela;” kapa le re: “O hokae Modimo ya lokileng?” “Bona, ke tla romela leqosa la ka ho ntokisetsa tsela. Morena eo le mmatlang o tla kena ka Tempeleng ya hae a sa lebellwa. Moromuwa eo le mo lebeletseng o a tla, a phatlalatse selekane sa ka,” ho rialo Morena wa mabotho. Ebe ke mang ya ka tiisetsang tsa mohla letsatsi la ho tla ha hae? Hona ke mang ya ka emang a tiile ha a hlaha? Yena o jwaloka mollo wa sebopi kapa sesepa sa sehlatswi. O tla dula fatshe jwaloka ya tshekang, a hlwekisa silefera. O tla hlwekisa Balevi, a ba tsheke jwaloka kgauta le silefera, ba tle ba tlisetse Morena dinyehelo tse lokelang. Dinyehelo tsa Juda le tsa Jerusalema di tla amoheleha ho Morena, jwaloka mehleng ya pele, jwaloka mengwaheng ya boholoholo. “Ke tla fihla hara lona ke le ahlole. Ha ke na ho qeaqea ho qosa dinohe, le bafebi, le ba hlapanyang ka leshano, le ba jang basebetsi moputso wa bona, le ba hatellang bahlolohadi le dikgutsana, le ba hlokelang baditjhaba toka, le bohle ba sa ntlhompheng,” ho rialo Morena wa mabotho. “Ke nna Morena, ha ke fetohe; kahoo lona bana ba Jakobo, ha le eso timetswe. Ho tloha mehleng ya baholoholo ba lona la na la furalla ditaelo tsa ka, la se ke la di boloka. Kgutlelang ho nna, le nna ke tla kgutlela ho lona,” ho rialo Morena wa mabotho. “Empa le a ipotsa, le re: Re ka kgutlela jwang?>*** “Na motho a ka qhekanyetsa Modimo? Empa lona le a nqhekanyetsa. “Le boetse le re: Re o qhekanyeditse jwang? “Le nqhekanyeditse ha ho fanwa ka karolo e le nngwe ho tse leshome, le ka dinyehelo tsa lona. Lona setjhaba kaofela, le rohakehile, hobane le nqhekanyeditse. Dinthong tsohle tsa lona tlisang karolo e le nngwe ho tse leshome, e le hore dijo di tle di be teng ka Tempeleng ya ka. E, le ke le nteke jwalo,” ho rialo Morena wa mabotho, “le tle le bone hore na nke ke ka le bulela mehlodi ya didiba tsa lehodimo, ka le tshollela mahlohonolo a mangatangata. Ke tla thibela ditsie, di se ke tsa senya dijalo tsa lona masimong, le ditholwana tsa morara wa lona di se ke tsa phutsa,” ho rialo Morena wa mabotho. “Ditjhaba tsohle di tla re le lehlohonolo hobane naha ya lona e tla kgahleha haholo,” ho rialo Morena wa mabotho. “Lona le mpuile hampe,” ho rialo Morena. “Empa le a mpotsa, le re: Re o buile hampe jwang?>*** “Le itse: Ha ho thuse letho ho sebeletsa Modimo. Morena wa mabotho o re buseletsa ka eng ha re phetha ditaelo tsa hae, mme re inyatsa? Rona re re ya ikgohomosang ke yena ya lehlohonolo; ba etsang bokgopo ke bona ba atlehang. Ba ile ba phephetsa Modimo, empa ba se ke ba hlahelwa ke letho. ” Ba tshabang Morena ba nnile ba buisana, mme Morena a ba utlwa, a ba sekehela tsebe. Yaba bukeng e kapele ho yena ho ngolwa ba mo tshabang, ba hlomphang lebitso la hae. “Bao e tla ba ba ka,” ho rialo Morena wa mabotho, “e be ba ka mohla letsatsi leo ke le kgethileng. Ke tla ba baballa jwalokaha ntata a baballa mora wa hae ya mo sebeletsang. Le tla boela le tseba hore na ya lokileng o fapane jwang le ya kgopo, ya sebeletsang Modimo o fapane jwang le ya sa mo sebeletseng.” Morena wa mabotho o re: “Ruri letsatsi leo le a tla; le tla tjhesa jwaloka sebopi sa mollo. Bohle ba ikakasang le ba etsang bokgopo ba tla ba jwaloka mmoko. Letsatsi leo le tlang le tla ba tjhesa ka mollo. Ha le ka ke la ba siela motso kapa lekala. Ha e le lona ba hlomphang lebitso la ka, letsatsi la ho loka le tla le tjhabela ka mahlasedi a lona a fodisang. Lona le tla tswa, le thale jwaloka manamane a buletsweng ka sakeng. Mohla tsatsi leo ke etsang tsena ka lona, le tla hatakela ba kgopo, mme ba tla ba jwaloka molora katlasa maoto a lona,” ho rialo Morena wa mabotho. “Hopolong molao wa mohlanka wa ka Moshe, le ditaelo le ditemoso tseo ke neng ke mo nee tsona ha ba le Horebe, ho di tsebisa Baiseraele bohle. “Bonang, ke tla le romela moporofeta Elia, letsatsi la Morena le leholo, le tshabehang, le eso fihle. O tla boelanya bo-ntata le bana ba bona, ho seng jwalo ke tla tla, ke otle lefatshe ka thohako.” Leloko la Jesu Kreste, mora Davida, mora Aborahama. Aborahama a tswala Isaka, Isaka a tswala Jakobo, Jakobo a tswala Juda le bana babo, Juda a tswala Farese le Sara ka Tamare, Farese a tswala Heserone, Heserone a tswala Arame, Arame a tswala Aminadabe, Aminadabe a tswala Nashone, Nashone a tswala Salema, Salema a tswala Boase ka Rahaba, Boase a tswala Obede ka Ruthe, Obede a tswala Jese, Jese a tswala kgosi Davida. Davida a tswala Solomone ka mohatsa Uriya, Solomone a tswala Roboame, Roboame a tswala Abiya, Abiya a tswala Asa, Asa a tswala Jehoshafate, Jehoshafate a tswala Jorame, Jorame a tswala Usiya, Usiya a tswala Jotame, Jotame a tswala Akase, Akase a tswala Hesekia, Hesekia a tswala Manase, Manase a tswala Amose, Amose a tswala Josiya, Josiya a tswala Jekoneya le bana babo ka nako ya ho fallisetswa ha Bajuda Babilona. Jwale, kamora ho fallisetswa ha bona Babilona, Jekoneya a tswala Salatiele, Salatiele a tswala Sorobabele, Sorobabele a tswala Abihude, Abihude a tswala Eliakime, Eliakime a tswala Asore, Asore a tswala Sadoke, Sadoke a tswala Akime, Akime a tswala Eleude, Eleude a tswala Eleasare, Eleasare a tswala Matane, Matane a tswala Jakobo, Jakobo a tswala Josefa, mohatsa Maria, mosadi ya ileng a tswala Jesu ya bitswang Kreste. Ha ho le jwalo, meloko yohle, ho tloha ho Aborahama ho isa ho Davida e bile leshome le metso e mene; ho tloha ho Davida ho isa nakong ya ho fallisetswa ha Bajuda Babilona, meloko e leshome le metso e mene; mme ho tloha nakong ya ho fallisetswa ha bona Babilona ho isa ho Kreste, meloko e leshome le metso e mene. Tswalo ya Jesu Kreste e bile jwaana: Mmae Maria, ha a se a lebeleditswe ke Josefa, ba eso ka ba phela mmoho, a fumaneha e le moimana ka matla a Moya o Halalelang. Erekaha Josefa, mohatsa Maria, a ne a lokile, mme a sa rate ho mo hobosa, a rera ho mo hlala ka lekunutu. Yare a sa hopotse jwalo, lengeloi la Morena la iponahatsa ho yena torong, la re: “Josefa, mora Davida, o se ke wa tshaba ho inkela Maria mohatsa hao, hobane se emotsweng ke yena se tswa ho Moya o Halalelang; o tla tswala mora, mme o tla mo rea lebitso la Jesu, hobane o tla pholosa setjhaba sa hae dibeng tsa sona.” Jwale tsena tsohle di etsahetse hore ho tle ho phethahale ho boletsweng ke Morena ka moporofeta, ha a re: “Bonang, morwetsana o tla emola, a tswale mora, mme mora eo o tla rewa lebitso la Emmanuele,” e leng ho re: Modimo o na le rona. Ha Josefa a tsoha borokong, a etsa kamoo lengeloi la Morena le mo laetseng kateng, a inkela mohatsa hae; mme ha a a ka a kena dikobong tsa hae ho fihlela a beleha mora; Josefa a mo rea lebitso la Jesu. Hoba Jesu a tswallwe Betlelehema e Judea, mehleng ya kgosi Heroda, ha fihla Jerusalema Ba Bohlale ba tswang botjhabela, ba re: “E kae kgosi ya Bajuda e tswetsweng? Re bone naledi ya yona ha e hlaha, mme re tlilo e kgumamela.” Yare ha kgosi Heroda a utlwa, a ferekana hammoho le ba Jerusalema kaofela, mme hoba a bokelle baprista ba baholo bohle le Ditsebi tsa Molao tsa setjhaba, a ba botsa moo Kreste a loketseng ho tswallwa teng. Ba re ho yena: “Betlelehema e Judea, hobane ho ngotswe jwalo ke moporofeta, ha a re: “ Ha e le wena, Betlelehema, e naheng ya Juda, ha o hlile ha o monyenyane haholo, ha o monyenyane hara batsamaisi ba Juda, hobane ho wena ho tla tswa motsamaisi ya tla alosa Iseraele, setjhaba sa ka. ” Yaba Heroda o bitsa Ba Bohlale bao ka lekunutu, a ba botsisisa nako eo naledi e hlahileng ka yona, a nto ba romela Betlelehema, a re: “Eyang, le batlisise tsa ngwana ka hloko; ere ha le se le mo fumane, le ntsebise, le nna ke tle ke yo mo kgumamela.” Yare hoba ba utlwe puo ya kgosi ba tsamaya, mme naledi eo ba e boneng e hlaha ya ba etella pele ho fihlela e ema hodima moo ngwana a neng a le hona teng. Jwale ha ba bona naledi ba thaba haholo. Ha ba fihla ka tlung, ba bona ngwana le mmae Maria; ba itihela fatshe, mme ba kgumamela ngwana, ba nto bula matlole a bona, ba mo nyehella ka dimpho: kgauta, mokubetso, le mmira. Hoba ba lemoswe torong hore ba se ke ba boela ho Heroda, ba kgutlela naheng ya habo bona ka tsela esele. Hoba Ba Bohlale ba kgutle, lengeloi la Morena la iponahatsa ho Josefa torong, la re: “Tsoha, o nke ngwana le mmae, o balehele Egepeta, o hlole teng ho fihlela ke o bolella, hobane Heroda o makgatheng a ho batla ngwana hore a mmolaye.” A tsoha, a nka ngwana le mmae bosiu, a tshabela Egepeta, mme a hlola teng ho fihlela Heroda a eshwa; e le hore ho tle ho phethahale ho boletsweng ke Morena ka moporofeta, ha a re: “Ke bitsitse mora wa ka hore a tswe Egepeta.” Yare ha Heroda a lemoha hore o phomilwe ke Ba Bohlale, a halefa haholo, a laela hore ho bolawe masea wohle a bashanyana a Betlelehema le a tikolohong yohle ya teng, a dilemo di pedi le katlase, ho ya ka nako eo a e botsisisitseng ho Ba Bohlale. Ya eba moo ho phethahalang ho boletsweng ke moporofeta Jeremia, ha a re: “Mohoo o utlwahetse Rama: seboko le sello sa mmokotsane; Ragele o llela bana ba hae, mme o hana ho tshediseha, hobane ha ba sa le yo.” Hoba Heroda a shwe, lengeloi la Morena la iponahatsa ho Josefa, torong, Egepeta, la re: “Tsoha, o nke ngwana le mmae, o boele naheng ya Iseraele, hobane ba neng ba batla bophelo ba ngwana ba shwele.” Josefa a tsoha, a nka ngwana le mmae, a boela naheng ya Iseraele. Empa ha a utlwa hore Arekelaose o hlahlamile ntatae Heroda boreneng ba Judea, a tshaba ho ya teng. Hoba a lemoswe torong, a tshabela seterekeng sa Galelea, a ya aha motseng o bitswang Nasaretha, e le hore ho tle ho phethahale ho boletsweng ke baporofeta hore o tla bitswa Monasaretha. Mehleng eo ha hlaha Johanne Mokolobetsi; a ruta feelleng la Judea, a re: “Bakang, hobane Mmuso wa mahodimo o atametse!” Ke yena ya boletsweng ke moporofeta Esaya, ha a re: “Lentswe la ya howang feelleng le re: Lokisang mmila wa Morena, le otlolle ditsela tsa hae! ” Johanne o ne a apara seaparo se entsweng ka boya ba kamele, a itlama ka leqhama la letlalo thekeng; dijo tsa hae e ne e le ditsie le mahe a dinotshi tsa naha. Jwale batho ba Jerusalema, le ba Judea yohle, le ba phuleng yohle ya Jorodane ba tswela ho yena, ba kolobetswa ke yena nokeng ya Jorodane, ba ntse ba ipolela dibe tsa bona. Empa ha a bona Bafarisi le Basaduke ba bangata ba etla ho kolobetswa, a re ho bona: “Madinyane a marabe, ke mang ya le boleletseng hore le ka baleha bohale bo tlang? Bontshang ka diketso hore le bakile, mme le se ke la nahana, la re: Ntata rona ke Aborahama, hobane ke a le bolella hore Modimo o na le matla a ho hlahisetsa Aborahama bana ka majwe ana. Selepe se se se beilwe metsong ya difate; sefate sefe kapa sefe se sa beheng ditholwana tse monate se tla rengwa, se lahlelwe mollong. “Ha e le nna, ke le kolobeletsa pako ka metsi. Athe ya tlang kamorao ho nna o mpheta ka matla, hoo ke sa tshwaneleng ho mo rola meqathatso; yena o tla le kolobetsa ka Moya o Halalelang le ka mollo. Seoloso se letsohong la hae, mme o tla fiedisisa seotlo sa hae, a bokelle koro ya hae sesiung, mmoko wona a o tjhese mollong o sa timeng.” Yaba Jesu o fihla nokeng ya Jorodane a etswa Galelea, a tla ho Johanne hore a kolobetswe ke yena. Empa Johanne a leka ho mo thiba, a re: “Eka kgona e be nna ya kolobetswang ke wena, athe wena o tla ho nna?” Jesu a mo araba, a re: “Lesa, jwale, hobane ka tsela ena re lokela ho phethahatsa hohle ho lokileng.” Johanne a dumela. Hanghang hoba Jesu a kolobetswe, a tswa metsing, mme bonang, a bulelwa mahodimo, a bona Moya wa Modimo o theoha e ka leeba, o etla hodima hae; ha utlwahala lentswe le tswang mahodimong, le reng: “Enwa ke Mora wa ka eo ke mo ratang, ya nkgahlang!” Yaba Jesu o iswa ke Moya feelleng ho ya lekwa ke Diabolosi. A itima dijo ka matsatsi a mashome a mane, le ka masiu a mashome a mane, a nto lapa. Moleki a mo atamela, a re: “Haeba o Mora wa Modimo, ere majwe ana a fetohe bohobe!” A mo araba, a re: “Ho ngotswe, ho thwe: “ Motho a ke ke a phela ka bohobe feela, empa o tla phela le ka polelo e nngwe le e nngwe e tswang molomong wa Modimo. ” Yaba Diabolosi o mo nka a mo isa motseng a halalelang, mme a mmea tlhorong ya Tempele, a re ho yena: “Haeba o Mora wa Modimo, itihele, hobane ho ngotswe, ho thwe: “ O tla laela mangeloi a hae, mme a tla o kgakeletsa ka diatla, esere leoto la hao la kgoptjwa ke lejwe. ” Jesu a re ho yena: “Le teng ho ngotswe, ho thwe: O se ke wa leka Morena Modimo wa hao. ” Hape Diabolosi a mo nka, a mo isa thabeng e telelehadi, a mmontsha mebuso yohle ya lefatshe le maruo a yona, a re ho yena: “Tsena tsohle ke tla o fa tsona ha o ka itihela fatshe, wa nkgumamela.” Empa Jesu a re ho yena: “Tloha, Satane! Ho ngotswe, ho thwe: “ O tla kgumamela Morena Modimo wa hao, o sebeletse yena a nnotshi. ” Jwale Diabolosi a mo tlohela, mme bonang, mangeloi a atamela, a mo sebeletsa. Yare ha Jesu a utlwa hore Johanne o tshwerwe, a ya Galelea. A tloha Nasaretha, a tla aha Kapernauma e lebopong la letsha, tikolohong ya Sebulone le Nafthali, e le hore ho tle ho phethahale ho boletsweng ke moporofeta Esaya, ha a re: “Lefatshe la Sebulone le lefatshe la Nafthali, nqa lewatle, mose ho Jorodane, Galelea ya baditjhaba, setjhaba se neng se dutse lefifing se bone lesedi le leholo, mme ba neng ba dutse lefatsheng la lefu le lefifing ba tjhabetswe ke lesedi.” Ho tloha nakong eo, Jesu a qala ho ruta, a re: “Bakang, hobane Mmuso wa mahodimo o atametse!” Yare ha Jesu a sika le letsha la Galelea, a bona bara ba babedi ba motho, Simone ya bitswang Petrose le Andrease ngwanabo, ba ntse ba akgela letlowa letsheng, hobane e ne e le batshwasi ba ditlhapi. A re ho bona: “Ntshaleng morao, mme ke tla le etsa batshwasi ba batho.” Hanghang ba tlohela matlowa a bona, ba mo latela. Hoba a fetele pele, a bona bara ba bang ba babedi ba motho, Jakobo mora wa Sebedea le Johanne ngwanabo, ba ena le ntata bona Sebedea ka sekepeng, ba ntse ba lokisa matlowa a bona, mme a ba bitsa. Hanghang ba tlohela sekepe le ntata bona, ba latela Jesu. Jesu a tsamaya le Galelea yohle, a ntse a ruta matlung a thapelo a teng, a phatlalatsa molaetsa o molemo wa Mmuso, a fodisa mafu le malwetse wohle setjhabeng. Setumo sa hae sa utlwahala Siria yohle, mme ha tliswa ho yena bohle ba jewang ke mafu a mefutafuta, ba imetsweng ke mahloko, ba nang le bademona, ba shwang sethwathwa, le diritsa, mme a ba fodisa. A ba a latelwa ke matshwelehadi a tswang Galelea, Dekapolese, Jerusalema, Judea le mose ho Jorodane. Yare ha Jesu a bona matshwele, a nyolohela thabeng, mme hoba a dule, barutuwa ba hae ba tla ho yena; a qala ho ba ruta, a re: “Ho lehlohonolo ba futsanehileng moyeng, hobane Mmuso wa mahodimo ke wa bona. Ho lehlohonolo ba mahlomoleng, hobane ba tla tshediswa. Ho lehlohonolo ba mosa, hobane lefatshe e tla ba lefa la bona. Ho lehlohonolo ba lapetseng ho loka, ba ho nyoretsweng, hobane ba tla kgotsofatswa. Ho lehlohonolo ba mohau, hobane ba tla hauhelwa. Ho lehlohonolo ba pelo di hlwekileng, hobane ba tla bona Modimo. HO lehlohonolo ba bopang kgotso, hobane ba tla bitswa bana ba Modimo. Ho lehlohonolo ba hlorisetswang ho loka, hobane Mmuso wa mahodimo ke wa bona. “Le lehlohonolo ha le hlapaolwa, le hloriswa, le etseletswa ka mekgwa yohle ka baka la ka. Thabang, le nyakalle, hobane moputso wa lona o moholo mahodimong; etswe baporofeta ba bileng teng pele ho lona ba hlorisitswe jwalo.” “Le letswai la lefatshe, empa ha letswai le ka tapa, le ka tswaifatswa kang? Ha le sa na thuso, haese hore le lahlelwe kantle, le hatakelwe ke batho. “Le lesedi la lefatshe. Motse o hahilweng hodima thaba o sitwa ho pateha; lebone le lona ha le ke be le hotetswe le kwahelwe ka nkgo, empa le bewa sedulwaneng sa lona, le kgantshetse bohle ba ka tlung. Lesedi la lona le ke le kganyetse batho jwalo, ba tle ba bone mesebetsi e metle ya lona, ba be ba tlotlise Ntata lona ya mahodimong.” “Le se ke la nahana hore ke tlile ho fedisa Molao kapa Baporofeta; ha ke a tla ho di fedisa, ke mpa ke tlile ho di phethahatsa. Kannete ke a le bolella: ho fihlela lehodimo le lefatshe di fela, ha ho ka ke ha fetoha tlhakunyana e le nngwe leha e le letshwaonyana le le leng Molaong, ho fihlela tsohle di etsahala. Ha ho le jwalo, mang le mang ya tlolang leha e le nngwe ya ditaelo tsena tse nyenyane, mme a ruta batho ho etsa jwalo, o tla bitswa e monyenyane Mmusong wa mahodimo, empa mang le mang ya di phethang, mme a di ruta, yena o tla bitswa e moholo Mmusong wa mahodimo. Ke a le bolella, ha ho loka ha lona ho sa fete ha Ditsebi tsa Molao le Bafarisi, ha le ka ke la kena Mmusong wa mahodimo. “Le utlwile hore ho ile ha thwe ho ba boholoholo: O se ke wa bolaya; mang le mang ya bolayang o tla tshwanelwa ke kahlolo. Empa nna ke re ho lona: Mang kapa mang ya halefelang ngwanabo o tla tshwanelwa ke kahlolo, mme ya reng ho ngwanabo: Sethoto towe! o tla tshwanelwa ke ho iswa kgotla; ha e le ya reng: Tseketseke towe! o tla tshwanelwa ke ho ya mollong wa dihele. “Ha ho le jwalo, ha o nyehela ka mpho ya hao aletareng, mme teng o hopola hore ngwaneno o na le disuwa le wena, siya mpho ya hao moo pela aletare, o yo boelana le ngwaneno pele, o ntano kgutla ho tla nyehela ka mpho ya hao. “O utlwane kapelepele le eo le tsekisanang le yena le sa ntse le le tseleng, esere mohlomong ya o tsekisang a o neela moahlodi, moahlodi a o neela lepolesa, wa hlahlelwa tjhankaneng; kannete ke a o bolella, ha o ka ke wa tswa teng ho fihlela ha o lefile tjheletana ya ho qetela. “Le utlwile hore ho ile ha thwe: O se ke wa feba. Empa nna ke re ho lona: Mang kapa mang ya tadimang mosadi ka ho mo lakatsa o se a mo febile pelong ya hae. Haeba leihlo la hao le letona le o dihela sebeng, le honye, o le lahle, hobane ho molemo ho wena ha ho ka timela setho se le seng sa hao, ho ena le hore mmele wohle wa hao o lahlelwe diheleng, mme haeba letsoho la hao le letona le o dihela sebeng, le pome, o le lahle, hobane ho molemo ho wena ha ho ka timela setho se le seng sa hao, ho ena le hore mmele wohle wa hao o ye diheleng. “Ho ile ha thwe: Mang le mang ya hlalang mosadi wa hae a mo fe lengolo la tlhalo. Empa nna ke re ho lona: Mang kapa mang ya hlalang mosadi wa hae, haese ka taba ya bohlola, o a mo febisa, mme ya nyalang mosadi ya hladilweng o a feba. “Le utlwile hape hore ho ile ha thwe ho ba boholoholo: O se ke wa ikana ka leshano, o mpe o phethe dikano tsa hao ho Morena. Empa nna ke re ho lona: Le se ke la hlapanya le hanyenyane, leha e le ka lehodimo, kahobane ke terone ya Modimo; leha e le ka lefatshe, kahobane ke bonamelo ba maoto a hae; leha e le ka Jerusalema, kahobane ke motse wa Kgosi e kgolo; leha e le ka hlooho ya hao, kahobane o sitwa ho sweufatsa kapa ho ntshofatsa qoba leha e le nngwe ya moriri. Ha le re e, le re e; ha le re tjhe, le re tjhe; ha e le ho fetang hoo, ho tswa ho E Mobe. “Le utlwile hore ho ile ha thwe: Leihlo le tla phetetswa ka leihlo, leino ka leino! Empa nna ke re ho lona: Le se ka la hanyetsa motho e mobe, empa ya o jabelang lerameng le letona, o mo retelletse le le letshehadi; ya ratang ho o qosa le ho nka seaparo sa hao, o mo tlohelle le yona kobo, mme ya o qophellang ho tsamaya le yena mehato e sekete, o ye le yena mehato e kete di pedi. Fa ya o kopang, mme o se ke wa furalla ya ratang ho adima ho wena. “Le utlwile hore ho ile ha thwe: Rata wa heno, o hloye sera sa hao. Empa nna ke re ho lona: Ratang dira tsa lona, le rapelle ba le hlorisang, hore le be bana ba Ntata lona ya mahodimong, hobane o tjhabisetsa ba kgopo le ba molemo letsatsi la hae, mme o nesetsa ba lokileng le ba sa lokang pula. Haeba le rata ba le ratang feela, le ka ba le moputso wa eng? Ana balekgetho le bona ha ba etse jwalo na? Le teng haeba le dumedisa bana babo lona feela, le feta ba bang ka eng? Ana bahedene le bona ha ba etse jwalo na? Ha ho le jwalo, phethehang jwalokaha Ntata lona ya mahodimong a phethehile. “Hlokomelang hore le se ke la etsa mesebetsi ya lona ya bodumedi pontsheng ho batho, hore ba le babatse; haeba le etsa jwalo ha le na ho ba le moputso o tswang ho Ntata lona ya mahodimong. “Ha ho le jwalo, ha o etsetsa mafutsana thuso, o se ke wa ipolela, jwalokaha baikaketsi ba etsa matlung a thapelo le ditseleng tsa motse, hore ba tlotliswe ke batho; kannete ke a le bolella, ba se ba amohetse moputso wa bona. Empa ha o thusa mafutsana, letsoho la hao le letshehadi le se ke la tseba se etswang ke le letona, thuso ena ya hao e be ya sephiri, mme Ntatao ya bonang le sephiring o tla o buseletsa. “Hape ha le rapela, le se ke la etsisa baikaketsi, ba ratang ho rapela ba eme matlung a thapelo le mabaleng a motse, hore ba bonahale ho batho; kannete ke a le bolella, ba se ba amohetse moputso wa bona. Empa wena ha o rapela, kena ka kamoreng ya hao, o kwale monyako, o rapele Ntatao ya leng teng le sephiring, mme Ntatao ya bonang le sephiring o tla o buseletsa. Jwale ha le rapela le se ke la ya lolololo jwaloka bahedene, ba hopolang hore ba tla utluwa ka baka la mantswe a bona a mangata. Le se ke la ba etsisa, hobane Ntata lona o sa ntsa tseba tseo le di hlokang, le eso mo kope. “Ha ho le jwalo, lona rapelang tjena: “ Ntata rona ya mahodimong, lebitso la hao le halaletswe; Mmuso wa hao o tle; thato ya hao e etswe lefatsheng jwaloka lehodimong. O re fe kajeno bohobe ba rona ba tsatsi le leng le le leng; o re tshwarele ditshito tsa rona, jwalokaha le rona re tshwarela ba re sitetsweng; o re phemise ho kena molekong, o mpe o re lopolle bobeng, hobane Mmuso ke wa hao, le matla, le tlotla, kamehla le mehla. Amen. “Ha le tshwarela batho diphoso tsa bona, le lona Ntata lona ya mahodimong o tla le tshwarela; athe ha le sa tshwarele batho, Ntata lona le yena a ke ke a le tshwarela diphoso tsa lona. “Ha le itima dijo, le se ke la itlhonamisa jwaloka baikaketsi; ba sosobanya difahleho, hore ba bonahale ho batho hore ba itima dijo. Kannete ke a le bolella, ba se ba amohetse moputso wa bona. Empa wena ha o itima dijo, o iphotle, o itlotse hlooho, hore o se ke wa bonahala ho batho hore o itima dijo, haese ho Ntatao ya leng teng le sephiring, mme Ntatao ya bonang le sephiring o tla o buseletsa. “Le se ke la ipokellela matlotlo lefatsheng, moo tshwele le mafoome di senyang, moo mashodu a thuang, a utswe; le mpe le ipokellele matlotlo lehodimong, moo tshwele leha e le mafoome di sa senyeng, moo mashodu a sa thueng, a utswe, hobane moo letlotlo la hao le leng teng, le yona pelo ya hao e tla ba hona teng. “Leihlo ke lebone la mmele. Haeba leihlo la hao le hloka sepha, mmele wohle wa hao o tla ba leseding, empa haeba leihlo la hao le sa loka, mmele wohle wa hao o tla aparelwa ke lefifi. Ha ho le jwalo, ha lesedi le ka ho wena le fetoha lefifi, lefifi e tla ba le lekaakang! “Ha ho motho ya ka sebeletsang marena a mabedi, hobane o tla hloya e mong, a rate e mong; kapa o tla kgomarela e mong, a nyedise e mong. Le ke ke la sebeletsa Modimo le Leruo. “Ka baka leo, ke re ho lona: Le se ke la itshwenya ka bophelo ba lona, hore na le tla jang, kapa le tla nwang, leha e le ka mmele ya lona, hore na le tla aparang. Ana bophelo ha bo fete dijo, le mmele ha o fete diaparo ka bohlokwa na? Tadimang dinonyana tse fofang: ha di jale, ha di kotule, ha di bokellele disiung, empa Ntata lona ya mahodimong o a di fepa; ana lona ha le di fete hole ka bohlokwa na? Ke mang ho lona eo, ka ho itshwenya, a ka tsebang ho lelefatsa bophelo ba hae, leha e le ka motsotswana feela? “Hape le itshwenyetsang le ka diaparo? Ithuteng ka dikgahla hore na di hola jwang: ha di sebetse ka thata, ha di ohle, empa ke a le bolella, esita le Solomone tlotleng yohle ya hae ha a ka a apara jwaloka e nngwe ya tsona. Ha e le moo Modimo a apesa jwalo jwang ba naha, bo leng teng kajeno, mme kamoso bo lahlelwe seboping, na lona ba tumelo e fokolang, a ke ke a le apesa ho feta? Ha ho le jwalo, le se ke la itshwenya, la re: Re tla jang? Re tla nwang? Re tla aparang?>*** Tsena tsohle di labalabelwa ke bahedene; athe Ntata lona ya mahodimong o tseba hore le di hloka tsohle. Jwale batlang Mmuso wa Modimo le ho loka ha hae pele, mme tsena tsohle le tla di ekeletswa. Ka baka leo, le se ke la itshwenya ka la hosasane, hobane la hosasane le tla itshwenya ka tsa lona; letsatsi ka leng le lekanwa ke bothata ba lona. “Se ahloleng ba bang, hore Modimo a tle a se ke a le ahlola, hobane le tla ahlolwa ka kahlolo eo le ahlolang ba bang ka yona, mme kahlolo eo ya lona e tla lekanyetswa ka tekanyo eo le lekanyetsang ba bang ka yona. “O tadimelang phatsa e ka leihlong la ngwaneno, empa o sa lemohe sekoqo se ka leihlong la hao? Kapa o ka re jwang ho ngwaneno: Ere ke ntshe phatsa e ka leihlong la hao, athe sekoqo ke seo ka leihlong la hao? Moikaketsi, ntsha sekoqo se ka leihlong la hao pele, mme ke hona o tla bona hantle ho ntsha phatsa e ka leihlong la ngwaneno. “Se neeng dintja dintho tse halalelang, esere mohlomong tsa reteleha, tsa le harola; leha e le ho lahlela mabenyane a lona a bohlokwa pela dikolobe, esere mohlomong tsa a hatakela ka maoto. “Kopang, le tla fuwa; batlang, le tla fumana; kokotang, le tla bulelwa, hobane mang kapa mang ya kopang o a fuwa, ya batlang o a fumana, mme ya kokotang o a bulelwa. “Ekaba ke mang ho lona, eo ekareng ha mora wa hae a mo kopa bohobe, yaba o mo fa lejwe? Kapa ha a mo kopa tlhapi, ebe o mo fa noha? Ha ho le jwalo, ha lona ba kgopo le tseba ho fana ka tse molemo ho bana ba lona, Ntata lona ya mahodimong o tla fana haholo hakaakang ka tse molemo ho ba mo kopang? Ha ho le jwalo, tsohle tseo le ratang hore batho ba le etse tsona, le lona le ba etse tsona; ke wona Molao le Baporofeta. “Kenang ka kgoro e patisaneng, hobane kgoro e isang timelong e hebehebe, le tsela e yang teng e sephara, mme ba kenang ka yona ba bangata, empa kgoro e isang bophelong e patisane, le tsela e yang teng e boima, mme ba e fumanang ha ba bakae. “Hlokomelang baporofeta ba bohata, ba tlang ho lona ba ikgakantse eka ke dinku, empa kahare e le diphiri tse harolakang. Le tla ba tseba ka diketso tsa bona. Na batho ba ke ba kge morara meutlweng, kapa difeiye hlabahlabaneng? Ka mokgwa o jwalo, sefate ka seng se monate se beha ditholwana tse monate, empa sefate se sebe se beha ditholwana tse mpe. Sefate se monate se sitwa ho beha ditholwana tse mpe, le ha e le sefate se sebe ho beha ditholwana tse monate. Sefate ka seng se sa beheng ditholwana tse monate se ye se rengwe, se lahlelwe mollong. Ka hona le tla ba tseba ka diketso tsa bona. “Hase mang kapa mang ya reng ho nna: Morena, Morena, ya tla kena Mmusong wa mahodimo, empa ho tla kena ya etsang thato ya Ntate ya mahodimong. Tsatsing leo ba bangata ba tla re ho nna: Morena, Morena, na ha re a ka ra porofeta ka lebitso la hao, ra leleka bademona ka lebitso la hao, ra etsa diketso tse ngata, tse hlollang, ka lebitso la hao na?>*** Mohlang oo ke tla ba bolella pepenene, ke re: Ha ke a ka ka le tseba; tlohang ho nna, lona ba etsang bokgopo! “Ha ho le jwalo, mang le mang ya utlwang dipolelo tsena tsa ka, a di phetha, o tla tshwantshwa le motho ya bohlale, ya ileng a haha ntlo ya hae hodima letlapa. Sekgohola sa fihla, diphororo tsa matha, meya ya puka, ya kgahlela ntlo eo, empa ha ya ka ya wa, hobane e ne e theilwe hodima letlapa. Athe mang le mang ya utlwang dipolelo tsena tsa ka, a sa di phethe, o tla tshwantshwa le motho ya sethoto, ya ileng a haha ntlo ya hae lehlabatheng. Sekgohola sa fihla, diphororo tsa matha, meya ya puka, ya kgahlela ntlo eo, yaba e a wa, mme ho wa ha yona ya eba ho tshabehang.” Ha Jesu a qetile dipolelo tsena, matshwele a tsota thuto ya hae, hobane o ne a ruta jwaloka ya nang le matla, e seng jwaloka Ditsebi tsa Molao tsa bona. Hoba Jesu a theohe thabeng, matshweletshwele a mo latela. Yaba molepera o tla ho yena, o a mo kgumamela, o re: “Morena, ha o rata o ka ntlhwekisa.” Jesu a otlolla letsoho, a mo ama, a re: “Ke a rata, hlweka!” Hanghang lepera la hae la hlwekiswa, a fola. Jesu a re ho yena: “Hlokomela o se bolelle motho, o mpe o yo itlhahisa ho moprista, o ntshe nyehelo e laetsweng ke Moshe, hore e be bopaki ho bona.” Yare ha Jesu a kena Kaperenauma, molaodi wa lebotho la ba lekgolo a tla ho yena, a mo rapela, a re: “Morena, mohlanka wa ka o diphateng ha ka, o shwele ditho, o opelwa habohlokohloko.” Jesu a re ho yena: “Ke tla ya mo fodisa.” Molaodi wa lebotho a mo araba, a re: “Morena, ha ke tshwanelwe ke hore o kene ka tlung ya ka; bua feela, mme mohlanka wa ka o tla fola. Le nna, ke le motho ya taolong ya ba bang, ke na le bahlabani tlasa ka; ha ke re ho e mong: Eya, o a ya; le ho e mong: Tloo, o a tla; le ho mohlanka wa ka, Etsa hona, o a etsa.” Ha Jesu a mo utlwa a makala, a re ho ba mo latetseng: “Ruri ke a le bolella, ha ke eso fumane tumelo e kaalo le Iseraeleng. Ke a le bolella, ba bangata ba tla tswa botjhabela le bophirimela, ba be dijong le Aborahama, Isaka le Jakobo Mmusong wa mahodimo, empa bao e leng ba Mmuso oo ka tswalo ba tla lahlelwa kantle, lefifing, moo ho tla ba teng dillo le ditsikitlano tsa meno.” Yaba Jesu o re ho molaodi wa lebotho: “Eya, o etsetswe jwalokaha o dumetse!” Mohlanka wa hae a fola ka yona nako eo. Ha Jesu a fihla ha Petrose, a bona mohwehadi wa Petrose a le diphateng, a tshwerwe ke feberu. Jesu a mo ama letsohong, mme feberu ya mo tlohela; a tsoha, a sebeletsa Jesu. Mantsiboya ha tliswa ho Jesu ba bangata ba nang le bademona; yaba o leleka meya eo ka lentswe feela, a fodisa bakudi bohle, hore ho tle ho phethahale ho boletsweng ke moporofeta Esaya, ha a re: “O ipelesitse mahloko a rona, a inkela malwetse a rona.” Ha Jesu a bona letshwele le mo teetseng hare, a laela hore ho tshelelwe mose wane. Setsebi sa Molao sa tla ho yena, sa re: “Moruti, ke tla o latela hohle moo o ka yang teng.” Jesu a re ho sona: “Diphokojwe di na le mesima, dinonyana tse fofang di na le dihlaha, empa Mora Motho ha a na moo a ka samelang hlooho teng.” Jwale e mong wa barutuwa ba hae a re ho yena: “Morena, ako ntumelle ke yo pata ntate pele.” Jesu a re ho yena: “Ntatele, lesa bafu ba pate bafu ba bona.” Jesu a kena ka sekepeng, mme barutuwa ba hae ba mo latela. Ha tsoha sefefo se matla letsheng, hoo sekepe se neng se kwahelwa ke maqhubu, empa yena o ne a robetse. Barutuwa ba atamela, ba mo tsosa, ba re: “Morena, re pholose, re a timela!” A re ho bona: “Le boi keng, lona ba tumelo e fokolang?” A tsoha, a kgalemela meya le letsha, mme ha kgutsa tu! Jwale batho bao ba hlollwa, ba re: “Eo ke ya jwang, ha e le moo a mamelwa le ke meya le letsha?” Hoba Jesu a tshelele mose wane, fatsheng la Bagadara, a kgahlanyetswa ke banna ba babedi ba nang le bademona, ba etswa mabitleng, ba le bohale bo tshabehang; hoo ho neng ho se ya sebete ho feta ka tsela eo. Ba ne ba howa, ba re: “O re kene kang, Mora wa Modimo? Na o tlile kwano ho re hlokofatsa pele ho nako?” Sebakana le bona ho ne ho fula mohlapehadi wa dikolobe. Bademona ba rapela Jesu, ba re: “Ha o re leleka mona, o mpe o re romele mohlapeng wane wa dikolobe.” A re ho bona: “Eyang!” Ba tswa, ba kena dikolobeng, mme mohlape kaofela wa tsubella selomong, wa itihela letsheng, wa shwela metsing. Badisa ba tsona ba baleha, ba ya beha taba tsohle motseng, le tsa ba neng ba ena le bademona. Yaba bohle ba motse ba tswa ho ya kgahlanyetsa Jesu, mme ha ba mmona ba mo rapela hore a tswe naheng ya bona. Jesu a kena ka sekepeng, a tshelela motseng wa habo. Batho ba mo tlisetsa monna ya shweleng ditho, ba mo nkile ka diphate. Ha Jesu a bona tumelo ya bona, a re ho ya shweleng ditho: “Ngwana ka, beta pelo, o tshwaretswe dibe tsa hao.” Yaba Ditsebi tse ding tsa Molao di re ka dipelong tsa tsona: “Enwa o a nyefola!” Jesu, ka ho tseba mehopolo ya bona, a re: “Le hopolelang bobe ka dipelong tsa lona? Hantle ho leng bonolo ke hofe, ha e le ho re: O tshwaretswe dibe tsa hao, kapa ho re: Tsoha, o tsamaye?>*** Jwale hore le tle le tsebe hore Mora Motho o na le matla lefatsheng a ho tshwarela dibe,” a re ho ya shweleng ditho: “Tsoha, o nke diphate tsa hao, o ye hae!” A tsoha a ya hae. Yare ha matshwele a bona hoo, a tshoha, mme a tlotlisa Modimo ya neileng batho matla a jwalo. Ha Jesu a fetela pele, a bona monna ya bitswang Matheu a dutse tlung ya lekgetho. A re ho yena: “Ntatele!” Matheu a ema, mme a mo latela. Eitse ha Jesu a le dijong ka tlung, balekgetho le baetsadibe ba bangata ba ja le yena le barutuwa ba hae. Ha Bafarisi ba bona hoo, ba re ho barutuwa ba hae: “Ke ka baka lang moruti wa lona a jang le balekgetho le baetsadibe?” Yena ha a utlwa, a re ho bona: “Ba hlokang ngaka ke ba kulang, e seng ba phelang hantle. Eyang, le ithute hore na ke ho reng ha ho thwe: Ke thabela mohau, e seng sehlabelo. Ke tlile ho bitsa baetsadibe, e seng ba lokileng.” Jwale barutuwa ba Johanne ba tla ho Jesu, ba re: “Ke ka baka lang rona le Bafarisi re itimang dijo hangata, empa barutuwa ba hao ba sa itime?” Jesu a ba araba, a re: “Na baetsana ba ye ba hlomohe ka nako eo monyadi a ntseng a ena le bona? Ho tla tla matsatsi ao ka wona monyadi a tla tloswa ho bona, e be hona ba itimang dijo. “Ha ho motho ya rokellang setsiba sa lesela le letjha seaparong sa kgale, hobane setsiba se ka nathola seaparo, mme sa eketsa ho taboha. Hape ha ho motho ya ka tshelang veine e ntjha makukeng a kgale, esere mohlomong makuka a phatloha, veine ya qhaleha, le wona makuka a senyeha, empa o ye a tshele veine e ntjha makukeng a matjha, mme bobedi ba tsona di bolokehe.” Ha Jesu a ntse a ba bolella tsena, ha fihla e mong wa baokamedi ba ntlo ya thapelo, a mo kgumamela, a re: “Moradi wa ka o sa tswa hlokahala, empa tlo o mmee letsoho, mme o tla phela.” Jesu a ema, a mo latela, le barutuwa ba hae ba ya le yena. Yaba mosadi, eo e neng e se e le dilemo tse leshome le metso e mmedi lehatlelo la hae le sa kgaotse, o hlaha Jesu kamorao, o ama qola ya seaparo sa hae, hobane o ne a re ka pelong: “Ha nka mpa ka ama seaparo sa hae, ke tla fola.” Jesu a reteleha, mme ha a mmona, a re: “Moradi, beta pelo, tumelo ya hao e o fodisitse.” Mosadi eo a fola ho tloha nakong yona eo. Ha Jesu a fihla tlung ya mookamedi, mme a bona diletsi tsa makodilo le letshwele le tlatsang lerata, a re: “Suthang! Ngwanana ha a a shwa, o mpa a robetse.” Ba mo ja ditsheho. Yare ha batho ba ntsheditswe kantle, Jesu a kena a tshwara ngwanana ka letsoho, mme a tsoha. Taba ena ya aparela lefatshe leo lohle. Ha Jesu a fetela pele, difofu tse pedi tsa mo latela, di ntse di howa, di re: “Mora Davida, re hauhele!” Yare ha a kena ka tlung, difofu tseo tsa tla ho yena, mme Jesu a re ho tsona: “Na le dumela hore nka etsa hoo?” Tsa mo araba, tsa re: “E, Morena!” Yaba o ama mahlo a tsona, o re: “Le etsetswe ho ya ka tumelo ya lona!” Yaba mahlo a tsona a a bona. Jesu a di laya, a re: “Hlokomelang, ho se be motho ya ka tsebang!” Empa hoba di tswe, tsa hasanya ditaba tsa Jesu lefatsheng leo lohle. Yare ha difofu di tswile, ha tliswa ho Jesu motho wa semumu ya nang le modemona. Hoba modemona o lelekwe, semumu sa bua. Matshwele a makala, a re: “Ha ho eso ka ho hlaha ntho e tjena Iseraeleng.” Empa Bafarisi ba ne ba re: “O leleka bademona ka morena wa bademona.” Jesu o ne a eya le metse le metsana yohle, a ntse a ruta matlung a bona a thapelo, a phatlalatsa molaetsa o molemo wa Mmuso, a fodisa mafu le malwetse wohle. Ha a bona batho, a ba utlwela bohloko, hobane ba ne ba kgathetse matla, ba saretswe jwaloka dinku tse se nang modisa. Yaba o re ho barutuwa ba hae: “Kotulo e kgolo, empa basebetsi ha ba bakae; ka baka leo, rapelang monga kotulo hore a romele basebetsi kotulong ya hae.” Hoba Jesu a bitse barutuwa ba hae ba leshome le metso e mmedi, a ba nea matla a ho leleka meya e ditshila, le a ho fodisa mafu le malwetse wohle. Mabitso a baapostola ba leshome le metso e mmedi ke ana: wa pele ke Simone ya bitswang Petrose, le Andrease ngwanabo, le Jakobo mora wa Sebedea, le Johanne ngwanabo, le Filipi le Baretholome, le Thomase le Matheu molekgetho, le Jakobo mora wa Alefiose le Thadaose, le Simone Motjhesehi le Judase Isekariota, ya bileng a eka Jesu. Jesu a roma bao ba leshome le metso e mmedi, a ba laela, a re: “Le se ke la ya dinaheng tsa bahedene, leha e le ho kena metseng ya Basamaria; le mpe le ye dinkung tse lahlehileng tsa ntlo ya Iseraele. Le ye, le ntse le phatlalatsa, le re: Mmuso wa mahodimo o atametse. Fodisang bakudi, tsosang bafu, hlwekisang balepera, lelekang bademona; le amohetse feela, fanang feela. Le se ke la nka tjhelete ya kgauta, ya silefera, kapa ya lethose dipatjheng tsa lona. Maetong a lona le se ke la nka thoto, leha e le seaparo sa bobedi, kapa meqathatso, kapa lere. Ya sebetsang o lokelwa ke dijo tsa hae. “Motseng kapa motsaneng ofe le ofe oo le kenang ho wona, le batle ya ka le amohelang, mme le hlole teng ho fihlela le tloha. Ha le kena ka tlung, le dumedise; haeba ntlo eo e hlile e lokela, kgotso ya lona e be ho yona; athe ha e sa lokele, kgotso ya lona e kgutlele ho lona. Ha mang kapa mang a sa le amohele le ho mamela dipolelo tsa lona, tswang tlung eo kapa motseng oo, le hlohlore lerole maotong a lona. Ruri ke a le bolella, ka letsatsi la kahlolo ditaba tsa fatshe la Sodoma le Gomora di tla ba bobebe ho feta tsa motse oo.” “Bonang, ke le roma jwaloka dinku hara diphiri; ha ho le jwalo le be masene jwaloka dinoha, mme le hloke mano jwaloka maeba. Hlokomelang batho, hobane ba tla neelana ka lona makgotleng, ba le shape matlung a bona a thapelo. Le tla hulelwa kapele ho babusi le mahosi ka baka la ka, hore e be bopaki ho bona le ho bahedene. Ha ba neelana ka lona, le se ke la itshwenya ka hore na le tla bua jwang, le reng. Ka yona nako eo le tla newa hore na le reng, hobane ho tla be ho sa bue lona, empa e tla be e le Moya wa Ntata lona o buang ka lona. “Motho o tla neelana ka ngwanabo hore a bolawe, ngwana ka ntatae; bana ba tla fetohela batswadi, ba etse hore ba bolawe. Le tla hlouwa ke bohle ka baka la lebitso la ka, empa ya tla tiisetsa ho isa qetellong, o tla pholoswa. Ha ba le hlorisa motseng o mong, balehelang ho o mong, hobane ruri ke a le bolella, ha le ka ke la qeta metse ya Iseraele Mora Motho a eso tle. “Morutuwa ha a kahodimo ho moruti wa hae, le lekgoba ha le kahodimo ho monga lona. Ho lekane ho morutuwa hore a be jwaloka moruti wa hae, le lekgoba jwaloka monga lona. Ha monga ntlo a bitswa Beele-Sebule, ba ntlo ya hae bona ba tla bitsollwa hampe hakaakang! “Ka baka leo, le se ke la ba tshaba, hobane ha ho letho le kwahetsweng le ke keng la kwahollwa, le le patilweng le ke keng la tsejwa. Seo ke le bolellang sona lefifing, le se phete leseding; seo le se utlwang le se nyenyeletswa, le se phatlalatse le le hodima dihlohlolo. Le se ke la tshaba ba bolayang mmele, empa ba ke ke ba bolaya moya; le mpe le tshabe ya nang le matla a ho timetsa moya le mmele diheleng. O ka reka dirobele tse pedi ka sente, empa ha ho le se seng se ka welang fatshe Ntata lona a sa tsebe. Ha e le lona, esita le diqoba tsa moriri wa dihlooho tsa lona di badilwe kaofela. Kahoo le se ke la tshaba; lona le ba bohlokwa ho feta dirobele tse ngata. “Mang le mang ya mpakang pela batho, le nna ke tla mo paka pela Ntate ya mahodimong, empa ya ntatolang pela batho, le nna ke tla mo latola pela Ntate ya mahodimong. “Le se ke la hloma eka ke tlisitse kgotso lefatsheng; ha ke a tlisa kgotso, ke tlisitse sabole. “Ke tlile ho qabanya mora le ntatae, moradi le mmae, ngwetsi le matsalayo, mme ba ntlo ya motho e tla ba dira tsa hae. “Ya ratang ntatae kapa mmae ho mpheta ha a ntokele; ya ratang mora kapa moradi ho mpheta ha a ntokele, mme ya sa nkeng sefapano sa hae a ntatela ha a ntokele. Ya qenehelang bophelo ba hae bo tla mo senyehela, athe ya senyehelwang ke bophelo ka baka la ka o tla bo fumana. “Ya le amohelang o a nkamohela, mme ya nkamohelang o amohela ya nthomileng. Ya amohelang moporofeta kahobane e le moporofeta, o tla fumana moputso wa moporofeta, mme ya amohelang ya lokileng kahobane e le ya lokileng, o tla fumana moputso wa ya lokileng. Ya fang e mong wa ba banyenyane bana mohope wa metsi a phodileng kahobane e le morutuwa, ruri ke a le bolella, ha a ka ke a hloka moputso wa hae.” Yare ha Jesu a qetile ho laela barutuwa ba hae ba leshome le metso e mmedi, a tloha moo ho ya ruta le ho phatlalatsa molaetsa o molemo metseng ya habo bona. Johanne ha a le ditlamong a utlwa tsa mesebetsi ya Kreste. A roma barutuwa ba hae ho mmotsa: “Na ke wena ya tlang, kapa re lebelle e mong?” Jesu a ba araba, a re: “Eyang, le phetele Johanne tseo le di utlwang le tseo le di bonang: Difofu di a bona, diritsa di a tsamaya, balepera ba a hlwekiswa, botsebetutu ba a utlwa, bafu ba a tsoha, mme mafutsana a bolellwa molaetsa o molemo. Ho lehlohonolo ya sa kgoptjweng ka baka la ka!” Hoba baromuwa bao ba tsamaye, Jesu a qala ho bua le matshwele ka Johanne, a re: “Le ne le ilo bona eng feelleng? Lehlaka le tsukutlwang ke moya? Hantlentle le ne le ilo bona eng? Motho ya diaparo tse mabokoboko? Ba diaparo di mabokoboko ba matlung a mahosi. Ehlile le ne le ilo bona eng? Le ilo bona moporofeta? E, ke a le bolella, e moholo le ho feta moporofeta. Ke eo ho ngotsweng ka yena, ha thwe: “ Ke romela leqosa la ka ke leo, le tla o etella pele, le o lokisetse tsela. “Ruri ke a le bolella, hara ba tswetsweng ke basadi ha ho eso hlahe ya fetang Johanne Mokolobetsi ka boholo, empa e monyenyane Mmusong wa mahodimo o mo feta ka boholo. Ho tloha mehleng ya Johanne Mokolobetsi ho fihlela jwale, Mmuso wa mahodimo o nnile wa futuhelwa ka matla, mme ba dikgoka ba a o hapa. Baporofeta bohle hammoho le Molao ba nnile ba porofeta ho fihlela ho Johanne, mme ha le ka kgolwa taba eo, Johanne ke yena Elia ya neng a tshwanetse ho tla. Ya nang le ditsebe a utlwe! “Jwale moloko oo ke tla o tshwantsha le eng? O tshwana le bana ba dutseng mabaleng a metse, ba howeletsana, ba re: “ Re le letseditse diletsa, empa ha le a ka la etsa motjeko! Re le binetse kodi-ya-malla, empa ha le a ka la lla! “Etswe Johanne o ile a tla a sa je, a sa nwe, yaba ho thwe: O na le modemona. Mora Motho yena o tlile a eja, a enwa, yaba ho thwe: Motho enwa ke monyollo le senwi sa veine, ke motswalle wa balekgetho le baetsadibe. Empa bohlale bo netefatswa ke mesebetsi ya bona.” Yaba o qala ho nyatsa metse eo a neng a entse bongata ba diketso tsa hae tse hlollang ho yona, kahobane ha e a ka ya baka. A re: “O madimabe, wena Korasine! O madimabe, wena Bethesaida! hobane hoja diketso tse hlollang tse entsweng kahara lona di ne di entswe Tire le Sidone, batho ba teng ba ka be ba bakile kgale, ba apere tse mahwashe, ba itshetse ka molora. Empa ke a le bolella, ka letsatsi la kahlolo ditaba tsa Tire le Sidone di tla mamelleha ho feta tsa lona. Na le wena Kaperenauma, “ebe o tla phahamisetswa lehodimong? O tla theohela tlase lebitleng! “Hoja diketso tse hlollang tse entsweng kahare ho wena di ne di entswe kahara Sodoma, motse oo o ka be o sa le teng le kajeno-ya-bokajeno. Empa ke a le bolella, ka letsatsi la kahlolo ditaba tsa naha ya Sodoma di tla mamelleha ho feta tsa hao.” Ka nako eo, Jesu a tswela pele, a re: “Ke a o boka, Ntate, Morena wa lehodimo le wa lefatshe, hobane ditaba tsena o di patetse ba bohlale le ba sedi, mme o di senoletse ba jwaloka bana. E, Ntate, hobane o kgahlilwe jwalo. “Tsohle ke di neetswe ke Ntate, mme ha ho ya tsebang Mora haese Ntate, hape ha ho ya tsebang Ntate haese Mora, le eo Mora a ratang ho mo senolela yena. “Tloong ho nna, lona bohle ba kgathetseng, ba imetsweng, mme ke tla le kgatholla. Itjariseng joko ya ka, le ithute ka nna, kahobane ke mosa, ke na le pelo e ikokobeditseng, mme le tla fumana phomolo. Joko ya ka e bonolo, mme thoto ya ka e bobebe.” Ka nako eo, Jesu a feta hara masimo a koro e le ka Sabatha. Barutuwa ba hae ba ne ba lapile, mme ba qala ho kga matshohlo, ba a ja. Yare ha Bafarisi ba bona hona ba re ho yena: “Bona, barutuwa ba hao ba etsa ho sa dumellwang ka Sabatha.” A re ho bona: “Na ha le a ka la bala seo Davida a neng a se etse, ha a ne a lapile mmoho le bao a neng a ena le bona; kamoo a neng a kene ka Tlung ya Modimo kateng, mme ba ja bohobe bo halalelang, e leng boo yena le bao a neng a ena le bona ba neng ba sa dumellwa ho bo ja, bo jewa ke baprista feela? Kapa na ha le a ka la bala Molaong hore baprista ba tlola molao wa Sabatha Tempeleng ka Disabatha, empa ha ba na molato? Ke a le bolella, mona ho teng ho fetang Tempele ka boholo. Hoja le ne le tsebile hore na ke ho reng ha ho thwe: Ke thabela mohau, e seng sehlabelo, le ka be le sa ka la ahlola ba se nang molato. Mora Motho ke morena wa Sabatha.” Jesu ha a tloha moo a kena ka tlung ya bona ya thapelo. Ho ne ho le teng motho ya shweleng letsoho. Hore ba tle ba qose Jesu, Bafarisi ba mmotsa, ba re: “Na ho a dumelleha ho fodisa batho ka Sabatha?” A re ho bona: “Ekaba ke mang ho lona, ya nang le nku e le nngwe, eo ekareng ha e wetse ka lenkwaneng ka Sabatha, a ke keng a e tshwara, a e nyolla? Ha ho le jwalo, motho o feta nku hakaakang ka bohlokwa! Ka baka leo, ho a dumelleha ho etsa ho molemo ka Sabatha.” Yaba o re ho motho eo: “Otlolla letsoho la hao!” A le otlolla, la fola, mme la boela la loka jwaloka le leng. Bafarisi ba tswa, ba rera kamoo ba ka bolayang Jesu kateng. Ha Jesu a tsebile hoo, a tloha moo. Batho ba bangata ba mo latela, mme a ba fodisa bohle, a ba laya hore ba se ke ba etsa hore a tsejwe; e le hore ho tle ho phethahale ho boletsweng ke moporofeta Esaya, ha a re: “Bonang, mohlanka wa ka eo, ke mo kgethileng ke eo, moratuwa wa ka ya nkgahlang! Ke theoletse Moya wa ka hodima hae, o tla tlisetsa ditjhaba toka. A ke ke a nganga, leha e le ho peroha, lentswe la hae le ke ke la utlwahala diterateng. A ke ke a roba lehlaka le tenyetsehileng, le lebone le taitsang a ke ke a le tima, ho fihlela a etsa hore toka e hlole. Ditjhaba di tla tshepa, di tshepe lebitso la hae.” Yaba ho tliswa ho Jesu monna ya nang le modemona, e le sefofu se semumu. A mo fodisa, mme sefofu se semumu sa bua, sa bona. Matshwele kaofela a hlollwa, a re: “Na eo hase Mora Davida?” Empa Bafarisi, ha ba utlwa hona, ba re: “Enwa ha a leleke bademona, haese ka Beele-Sebule, morena wa bademona.” Ka ho tseba mehopolo ya bona, Jesu a re ho bona: “Mmuso o mong le o mong o ikarolang ho itwantsha o fetoha lesupi, mme ha ho motse kapa lelapa le ikarolang ho itwantsha le ka tiyang. Haeba Satane a leleka Satane, o ikarotse, o a itwantsha; ha ho le jwalo mmuso wa hae o ka tiya jwang? Haeba nna ke leleka bademona ka Beele-Sebule, bara ba lona ba ba leleka ka mang? Ka baka leo, e tla ba bona baahlodi ba lona. Empa haeba ke leleka bademona ka Moya wa Modimo, ruri Mmuso wa Modimo o fihlile ho lona. “Kapa motho a ka kena jwang ka tlung ya seqhobane, a hapa thepa ya sona, haeba a sa tlama seqhobane seo pele, e be hona a hapang thepa yohle ya ntlo? “Ya sa emang le nna o a ntwantsha, mme ya sa bokelleng le nna o a qhalanya. Ka baka leo, ke a le bolella, batho ba ka tshwarelwa sebe se seng le se seng le nyefolo e nngwe le nngwe, empa ha e le nyefolo e nyefolang Moya o Halalelang, ba ke ke ba e tshwarelwa. Mang kapa mang ya buang se lwantshang Mora Motho o tla tshwarelwa, empa mang kapa mang ya buang se lwantshang Moya o Halalelang, a ke ke a tshwarelwa mehleng ena, leha e le mehleng e tlang. “Haeba sefate se le monate, le ditholwana tsa sona di monate, empa haeba sefate se le sebe, le ditholwana sa sona di mpe, hobane sefate se tsejwa ka ditholwana tsa sona. Lona madinyane a marabe, le ka bolela jwang tse lokileng le le kgopo tjee? Molomo o bolela se tletseng ka pelong. Motho ya lokileng o ntsha tse lokileng letlotlong le lokileng; athe motho ya kgopo o ntsha tse kgopo letlotlong le lebe. Ke a le bolella, lentswe le leng le le leng la bosawana leo batho ba le buang, ba tla ikarabella hodima lona ka letsatsi la kahlolo, hobane o tla bewa ya lokileng ka dipolelo tsa hao, kapa o tla ahlolwa ka dipolelo tsa hao.” Yaba tse ding tsa Ditsebi tsa Molao le ba bang ba Bafarisi ba a araba, ba re: “Moruti, re rata ho bona sesupo se tswang ho wena.” Jesu a ba araba, a re: “Moloko o kgopo, wa bakwenehi, o batla sesupo, empa o ke ke wa newa sesupo, haese sa moporofeta Jonase. Jwalokaha Jonase a bile ka mpeng ya leruarua matsatsi a mararo le masiu a mararo, ka mokgwa o jwalo Mora Motho o tla ba ka mpeng ya lefatshe matsatsi a mararo le masiu a mararo. Mohla kahlolo batho ba Ninife ba tla ema, ba qose moloko ona, ba o ahlole, hobane ba ne ba bake ha ba rutwa ke Jonase, empa bonang, mona ho teng ya fetang Jonase. Mohla kahlolo Mofumahadi wa Borwa o tla ema, a qose moloko ona, a o ahlole, hobane o ile a tloha dipheletsong tsa lefatshe ho tla mamela bohlale ba Solomone, empa mona ho teng ya fetang Solomone. “Moya o ditshila ha o tswile ho motho, o solla mahwatateng, o batla phomolo, empa ha o e fumane. Ebe o re: Ke tla kgutlela tlung ya ka, moo ke tswileng teng. Jwale ha o fihla, o e fumana e le lephaka, e fietswe, e kgabisitswe. Ebe o ya lata meya e meng e supileng, e o fetang ka bokgopo, mme e kene, e ahe teng, hoo ditaba tsa motho eo tsa morao di bang mpe ho feta tsa pele. Ho tla ba jwalo le ho moloko ona o kgopo.” Ha Jesu a ntse a bua le matshwele, mmae le bana babo Jesu ba ne ba eme kantle, ba batla ho bua le yena. Motho e mong a re ho yena: “Mmao le bana beno ke bana ba eme kantle, ba batla ho bua le wena.” Empa Jesu a araba ya mmolellang, a re: “Mme ke mang? Bana beso ke bo-mang?” Yaba o otlolella letsoho ho barutuwa ba hae, o re: “Bonang! Mme le bana beso ke bana. Mang kapa mang ya etsang thato ya Ntate ya mahodimong, ke yena eo e leng ngwaneso, le kgaitsedi, le mme.” Hona tsatsing leo Jesu a tswa ka tlung, a ya dula pela letsha. Matshweletshwele a mo kgobokanela, hoo a bileng a kena ka sekepeng; a dula teng, letshwele lohle le le lebopong. A le bolella ditaba tse ngata ka ditshwantsho, a re: “Mojadi o ile a tswa ho ya jala. Ha a ntsa jala, peo e nngwe ya wela ka tseleng, mme dinonyana tsa tla, tsa e ja. E nngwe ya wela mokurutlaneng, moo ho se nang mobu o mongata. Ya phakisa ya mela, hobane mobu o ne o sa teba, empa hoba letsatsi le tjhabe, la e tjhesa, ya omella, hobane metso e ne e sa teba. E nngwe ya wela hara meutlwa, mme meutlwa ya hola, ya e bipetsa. Empa peo e nngwe ya wela mobung o motle, mme ya beha: E nngwe tse lekgolo, e nngwe tse mashome a tsheletseng, e nngwe tse mashome a mararo. “Ya nang le ditsebe a utlwe.” Barutuwa ba tla ho yena, ba re: “Ke ka baka lang o buang le bona ka ditshwantsho?” A ba araba, a re: “Lona le neilwe ho tseba diphiri tsa Mmuso wa mahodimo, athe bona ha ba a ho newa. Ya nang le letho o tla ekeletswa, a be a hafe ka nkatana, empa ya se nang letho o tla amohuwa le seo a nang le sona. Ke ka baka lena ke buang le bona ka ditshwantsho, hobane leha ba bona, ha ba bone, mme leha ba utlwa, ha ba utlwe, leha e le ho utlwisisa. “Ke moo ho phethahalang ho bona boporofeta ba Esaya bo reng: “ Ho utlwa le tla utlwa, empa le ke ke la utlwisisa; ho sheba le tla sheba, empa le ke ke la bona. Dipelo tsa setjhaba sena di thotofetse, mme ditsebe tsa sona di thibane, se itutubaditse mahlo, esere mohlomong sa bona ka mahlo a sona sa utlwa ka ditsebe tsa sona, sa sokoloha, yaba ke a se fodisa. “Empa lona le lehlohonolo kahobane mahlo a lona a a bona, le ditsebe tsa lona di a utlwa. Etswe ruri ke a le bolella, baporofeta le ba lokileng ba bangata ba ne ba lakatsa ho bona seo le se bonang, empa ha ba a ka ba se bona, le ho utlwa seo le se utlwang, empa ha ba a ka ba se utlwa. “Ha ho le jwalo, lona, utlwang setshwantsho sa mojadi. Mang le mang ha a utlwa lentswe la Mmuso wa Modimo, mme a sa le utlwisise, E Mobe o ye a tle, a mo amohe se jetsweng pelong ya hae; enwa ke yona peo e jetsweng ka tseleng. Peo e jetsweng mokurutlaneng ke ya utlwang lentswe, a phakise a le amohele ka thabo, empa ha a na metso ka ho yena, ke motho ya mamellang ka nakwana, mme ha ho hlaha matshwenyeho kapa ditlhoriso ka baka la Lentswe la Modimo, o phakisa ho kweneha. Peo e jetsweng meutlweng ke ya utlwang lentswe, feela dikgathatso tsa mehla ya jwale le thetso ya maruo di bipetsa lentswe, le nyope. Peo e jetsweng mobung o motle ke ya utlwang lentswe, mme a le utlwisise. Enwa ke yena ya behang tse lekgolo, kapa tse mashome a tsheletseng, kapa tse mashome a mararo.” Jesu a ba bolella setshwantsho se seng, a re: “Mmuso wa mahodimo o tshwantshwa le motho ya jetseng peo e ntle tshimong ya hae. Yare ha ho robetswe, sera sa hae sa tla, sa jala mofoka hara koro, mme sa ikela. Ha lekgaba le se le metse, le bile le tswetse, mofoka le wona wa bonahala. “Basebeletsi ba monga tshimo ba tla ho yena, ba re: Monghadi, na o ne o sa jala peo e ntle tshimong ya hao? Jwale mofoka o tswa kae?>*** “A re ho bona: Hono ho entswe ke sera. “Basebeletsi ba re ho yena: Jwale na o rata hore re yo o fothola?>*** “A re: Tjhe, esere ha le fothola mofoka la fotholella le koro. Di leseng di hole hammoho ho fihlela mohla kotulo, mme ka nako ya kotulo ke tla re ho bakotudi: Fotholang mofoka pele, le o tlame mangata, o tle o tjheswe, koro yona le e bokelle disiung tsa ka. ” Jesu a ba bolella setshwantsho se seng hape, a re: “Mmuso wa mahodimo o tshwana le tlhaku ya mosetareta, eo motho a ileng a e nka, a e jala tshimong ya hae. Ke yona e nyenyane ho feta dipeo tsohle, empa ha e se e hotse, e feta ditlama tse ding tsohle ka boholo, e be sefate seo dinonyana tse fofang di ahelang makaleng a sona.” A ba bolella setshwantsho se seng hape, a re: “Mmuso wa mahodimo o tshwana le tomoso, eo mosadi a ileng a e nka, a e dubella phofong ya koro e tekanyo di tharo, ho fihlela hlama kaofela e ba e lomoseha.” Tseo tsohle Jesu a di bolella matshwele ka ditshwantsho, mme o ne a sa a bolelle letho haese ka ditshwantsho; e le hore ho tle ho phethahale ho boletsweng ke moporofeta, ha a re: “Ke tla bua le bona ka ditshwantsho, ke bolele tse neng di patehile haesale fatshe le thewa.” Yaba Jesu o tloha hara matshwele, o kena ka tlung. Barutuwa ba hae ba tla ho yena, ba re: “Ako re qaqisetse setshwantsho sa mofoka o tshimong.” A ba araba, a re: “Ya jalang peo e ntle ke Mora Motho. Tshimo ke lefatshe; peo e ntle ke bao e leng bana ba Mmuso wa Modimo, mofoka ke bana ba E Mobe. Sera se o jetseng ke Diabolosi. Kotulo ke bofelo ba mehla ya jwale; bakotudi ke mangeloi. “Jwalokaha mofoka o ye o fotholwe, o tjheswe mollong, ho tla ba jwalo bofelong ba mehla ya jwale. Mora Motho o tla romela mangeloi a hae, mme a tla tlosa Mmusong wa hae tsohle tse kgopisang le ba etsang bokgopo; a tla ba lahlela seboping sa mollo, moo ho tla ba teng dillo le ditsikitlano tsa meno. Mohlang oo ba lokileng ba tla kganya jwaloka letsatsi Mmusong wa Ntata bona. Ya nang le ditsebe a utlwe. “Mmuso wa mahodimo o tshwana le letlotlo le patilweng tshimong, leo eitseng ha motho a le fumana, a le pata, mme thabong ya hae a ya rekisa tsohle tseo a nang le tsona, a reka tshimo eo. “Hape, Mmuso wa mahodimo o tshwana le mohwebi ya batlang mabenyane a bohlokwa, eo ereng hoba a fumane le leng la bohlokwahadi, a yo rekisa tsohle tseo a nang le tsona, a le reke. “Hapehape, Mmuso wa mahodimo o tshwana le letlowa le akgetsweng lewatleng, le haharang ditlhapi tsa mefutafuta, leo ereng ha le se le tletse, batshwasi ba le hulele lebopong, ba dule fatshe, ba hlwaele tse ntle ka dipitseng, tse mpe tsona ba di lahle. Ho tla ba jwalo bofelong ba mehla ya jwale; mangeloi a tla tla a kgethe ba kgopo ho ba lokileng, a ba lahlele seboping sa mollo, moo ho tla ba teng dillo le ditsikitlano tsa meno.” Jesu a ba botsa, a re: “Na le utlwisisa tsee tsohle?” Ba re ho yena: “E.” A re ho bona: “Ka baka leo, Setsebi se seng le se seng sa Molao se rutilweng tsa Mmuso wa mahodimo se tshwana le monga ntlo ya ntshang tse ntjha le tsa kgale letlotlong la hae.” Yare hoba Jesu a qete ho bolela ditshwantsho tsena, a tloha moo, a fihla motseng wa habo, mme a rutela batho tlung ya bona ya thapelo, hoo ba ileng ba hlollwa, mme ba re: “Bohlale boo le diketso tsee tse hlollang, eo o di nka kae? Na hase mora wa mmetli wa mapolanka? Na mmae hase ya bitswang Maria, le baena ba hae hase bo-Jakobo, le Josefa, le Simone, le Juda? Na dikgaitsedi tsa hae tsohle ha di hara rona moo? Ha ho le jwalo, tsena tsohle yena o di nka kae?” Ba kgopiseha ke yena. Jesu a re ho bona: “Moporofeta o hlomphuwa hohle haese motseng wa habo le tlung yabo feela.” Moo teng ha a ka a etsa diketso tse matla, tse hlollang, ka baka la ho se dumele ha bona. Ka nako eo kgosi Heroda a utlwa botumo ba Jesu. A re ho basebeletsi ba hae: “Motho eo ke Johanne Mokolobetsi; o tsohile bafung; ka baka leo, matla a hlollang a sebetsa ka ho yena.” Heroda o ne a ile a tshwara Johanne, a mo tlama, mme a mo kenya tjhankaneng ka baka la Herodiase, mohatsa moena hae Filipi. Johanne o ne a ile a re ho Heroda: “Ha ho dumellehe hore o mo nyale.” Heroda o ne a rata ho mmolaya, empa a tshaba batho, hobane ba ne ba tadima Johanne e le moporofeta. Mohla mokete wa kgopotso ya tswalo ya Heroda, moradi wa Herodiase a etsa motjeko pontsheng ho bona, mme a kgahlisa Heroda; ka baka leo, a mo tshepisa ka ho ikana hore o tla mo fa eng kapa eng eo a ka e kopang. Ka ho susumetswa ke mmae, morwetsana a re: “Mphe hona mona, ka mokeke, hlooho ya Johanne Mokolobetsi.” Mmusisi a swaba, empa ka baka la kano ya hae, le ka baka la ba leng dijong le yena, a laela hore a e newe. Yaba o laela hore Johanne a kgaolwe hlooho tjhankaneng. Hlooho ya hae ya tliswa ka mokeke, ya newa morwetsana, mme yena a e isa ho mmae. Barutuwa ba Johanne ba tla, ba nka setopo, ba se epela; ba nto ya tsebisa Jesu. Yare ha Jesu a utlwa pehi eo, a tloha moo ka sekepe, a ikela nahathothe boinotshing. Matshwele ha a utlwa a mo latela ka maoto, a etswa metseng. Ha Jesu a etswa sekepeng, a bona letshwelehadi, a utlwela batho bohloko, mme a fodisa bakudi ba bona. Ha ho phirima, barutuwa ba hae ba tla ho yena, ba re: “Mona ke nahathothe, mme nako e se e ile; lokolla batho bana, ba tle ba yo ithekela dijo metseng.” Empa Jesu a re ho bona: “Ha ho hlokahale hore ba tsamaye; ba fepeng e le lona.” Ba re ho yena: “Mona ha re na letho haese dinkgwa tse hlano le ditlhapi tse pedi.” A re: “Ntlisetseng tsona mona.” Hoba a laele matshwele ho dula jwanng, a nka dinkgwa tseo tse hlano le ditlhapi tseo tse pedi, a lelalla lehodimong, a boka, a ngwatha dinkgwa, a di nea barutuwa, mme ba di abela matshwele. Ba eja bohle, ba kgora; yaba ho bokellwa makumane a setseng, mme a tlatsa diroto tse leshome le metso e mmedi. Ba jeleng e ne e le banna ba ka bang dikete tse hlano, ho sa balwe basadi le bana. Kapelepele Jesu a laela barutuwa ba hae ho kena ka sekepeng, ho mo etella pele ho ya mose wane, ha yena a ntse a qhala matshwele. Hoba a a qhale, a nyolohela thabeng ho ya rapela boinotshing, ha ba ha phirima a ntse a le mong hona moo. Sekepe sona se ne se se se le hole le lebopo, se tsukutlwa ke maqhubu, hobane se ne se tobane le moya. Kameso, Jesu a ya ho bona a tsamaya hodima metsi. Ha barutuwa ba mmona a tsamaya hodima metsi, ba tshoha, ba re: “He! ke sethotsela!” mme ba bokolla ke ho tshaba. Yaba Jesu o phakisa a bua le bona, a re: “Kgobang matshwafo! Ke nna, se tshabeng!” Petrose a mo araba, a re: “Morena, haeba ke wena, ntaele hore ke tle ho wena ke tsamaya hodima metsi.” A re: “Tloo!” Yaba Petrose o tswa sekepeng, o tsamaya hodima metsi, o leba ho Jesu. Empa ha a utlwa moya wa sefefo a tshoha, a qala ho teba, mme a howa, a re: “Morena, mpholose!” Hanghang Jesu a nanabetsa letsoho, a mo phamola, a re ho yena: “Wena ya tumelo e fokolang! O belaetse ka lebaka lang?” Hoba ba kene ka sekepeng, moya wa teba. Ba neng ba le ka sekepeng ba mo kgumamela, ba re: “Kannete o Mora wa Modimo!” Yare ha ba se ba tsheletse mose, ba fihla lebopong la Genesareta. Ha banna ba sebaka seo ba se ba mo tsebile, ba hlaba mokgosi sebakeng seo sohle, mme batho ba mo tlisetsa bohle ba kulang. Ba mo kopa hore a ba dumelle ho ama feela qola ya seaparo sa hae mme bohle ba e amileng ba fola. Yaba Bafarisi ba bang le Ditsebi tse ding tsa Molao ba tla ho Jesu ba etswa Jerusalema, ba re: “Ke ka baka lang ha barutuwa ba hao ba sa hlomphe moetlo wa baholoholo? Ha ba hatlele ha ba eja.” A ba araba, a re: “Ho ya kang ha lona, ka baka la ho boulela moetlo wa lona, le tlola taelo ya Modimo? Modimo o itse: Hlompha ntatao le mmao, mme hape a re: Ya rohakang ntatae kapa mmae a bolawe. Empa lona le re, ha motho a ena le seo a ka thusang ntatae kapa mmae ka sona, feela a re: Hona ke mpho ho Modimo, ha ho sa hlokahala hore a hlomphe ntatae. Ka baka la moetlo wa lona he, le fetotse taelo ya Modimo lefeela. Baikaketsi ting! Esaya o porofetile hantle ka lona, ha a re: “ Setjhaba sena se ntlhompha ka melomo ya sona feela, empa dipelo tsa sona di hole le nna; se nkgumamella lefeela, empa se ruta dithuto tseo e leng ditaelo tsa batho! ” Jesu a bitsa letshwele, a re ho lona: “Mamelang, le utlwisise! Se kenang ka molomo ha se silafatse motho, empa se tswang ka molomo ke sona se mo silafatsang.” Yaba barutuwa ba tla ho yena, ba re: “Na o a tseba hore Bafarisi ba kgopisitswe ke seo o ileng wa se bua?” A ba araba, a re: “Semela se seng le se seng se sa lengwang ke Ntate ya mahodimong se tla motsulwa. Ba tloheleng, ke difofu tse tataisang difofu tse ding. Haeba sefofu se tataisa sefofu se seng, bobedi di tla wela ka lengopeng.” Petrose a re ho yena: “Ako re qaqisetse se bolelwang ke setshwantsho sena.” Jesu a re: “Na le lona le ntse le hloka kutlwisiso? Na ha le utlwisise hore se kenang ka molomo se fetisetswa maleng, se nto lahlwa mohlabeng? Empa tse tswang ka molomo di tswa pelong, mme ke tsona tse silafatsang motho; hobane pelong ho tswa mehopolo e kgopo: polao ya sehloho, bofebe, bohlola, boshodu, bopaki ba leshano le diketseletso. Tsena ke tsona tse silafatsang motho, empa ho ja, motho a sa hlapa matsoho, ha ho mo silafatse.” Jesu a tloha moo a ya dibakeng tsa Tire le Sidone. Yaba mosadi wa Mokanana, ya tswang teng, o tla a howa, a re: “Morena, Mora Davida, nkutlwele bohloko! Moradi wa ka o tshwenngwa hampe ke modemona.” Empa Jesu a se ke a mo araba. Barutuwa ba hae ba tla, ba mo kopa, ba re: “Mo leleke! Bona kamoo a howang a re setse morao kateng!” Jesu a araba, a re: “Ha ho moo ke romilweng, haese dinkung tsa ntlo ya Iseraele tse lahlehileng.” Empa mosadi a tla, a itihela maotong a hae, a re: “Nthuse, Morena!” Yaba Jesu o re: “Hase hantle ho nka bohobe ba bana, bo akgellwe dintja.” Mosadi a re: “Ke nnete, Morena, empa le tsona dintja di ja makumane a wang tafoleng ya monga tsona.” Jesu ha a utlwa hona, a re: “Mosadi, tumelo ya hao e kaakang! A ho etswe kamoo o lakatsang kateng!” Mme ho tloha nakong yona eo moradi wa hae a fola. Hoba Jesu a tlohe sebakeng seo, a nka tsela e tsamayang pela letsha la Galelea, a nyolohela thabeng, a dula teng. Matshweletshwele a tla ho yena, a tlisa dihlotsa, difofu, diritsa, dimumu, le ba bang ba bangata, a ba bea pela maoto a hae, mme Jesu a ba fodisa. Batho ba hlollwa haholo ha ba bona dimumu di bua, dihlotsa di fodile, diritsa di tsamaya, difofu di bona, mme ba tlotlisa Modimo wa Iseraele. Jesu a bitsa barutuwa ba hae, a re ho bona: “Ke utlwela batho bana bohloko, kahobane ba bile le nna matsatsi a mararo, mme ha ba na letho leo ba ka le jang. Ha ke lakatse ho ba qhala ba eso je, esere mohlomong ba fellwa ke matla tseleng.” Barutuwa ba re ho yena: “Ekaba hara lefeella lee re ka fumana hokae bohobe bo lekaneng ho kgorisa letshwele le lekaale?” Jesu a ba botsa, a re: “Le na le dinkgwa tse kae?” Ba re: “Ke dinkgwa tse supileng le ditlhatswana tse seng kaenyana.” Hoba a laele batho hore ba dule fatshe, a nka dinkgwa tse supileng le ditlhatswana; a leboha Modimo, yaba o a ngwatha, o nea barutuwa ba hae, mme bona ba abela matshwele. Bohle ba eja, ba kgora, mme ha ba bokella makumane a setseng ba tlatsa diroto tse supileng tse kgolo. Ba jeleng e ne e le banna ba dikete tse nne, ho sa balwe basadi le bana. Yaba o qhala matshwele, o kena ka sekepeng, o ya naheng ya Magadane. Bafarisi le Basaduke ba tla ho Jesu, mme ka ho mo leka ba kopa hore a ke a ba bontshe sesupo se tswang lehodimong. A ba araba, a re: “Ha ho phirimile le ye le re: Letsatsi le tla ba letle, hobane lehodimo le lefubedu. Hoseng le re: Kajeno ho tla ba le sefefo, hobane lehodimo le bofubedu bo lefifi. Le tseba ho hlalosa sebopeho sa lehodimo; athe le sitwa ho hlalosa ditshupo tsa dinako tsee! Moloko o kgopo, wa bakwenehi, o batla sesupo, empa o ke ke wa newa sesupo, haese sa Jonase.” Yaba o tloha ho bona, o a ikela. Ha barutuwa ba tshelela mose wane, ba lemoha hore ba lebetse ho inkela bohobe. Jesu a re ho bona: “Ebang sedi, le hlokomele tomoso ya Bafarisi le Basaduke.” Ba buisana ba le bang, ba re: “Ke hobane ha re a tla le bohobe!” Empa Jesu ka ho tseba mehopolo ya bona, a re: “Lona ba tumelo e fokolang! Keng ha le buisana, le re: Ke hobane ha re a tla le bohobe?>*** Na le jwale ha le eso utlwisise? Na ha le sa hopola dinkgwa tse hlano tseo le neng le di abele ba dikete tse hlano, le hore na le ne le bokelle diroto tse kae tse tletseng makumane? Leha e le dinkgwa tse supileng tseo le neng le di abele ba dikete tse nne, le hore na le ne le bokelle diroto tse kae tse kgolo tse tletseng makumane? Le sitwa keng ho utlwisisa hore ke ne ke sa bue le lona ka bohobe? Empa hlokomelang tomoso ya Bafarisi le Basaduke.” Jwale ba utlwisisa hore o ne a sa re ba hlokomele tomoso ya bohobe bo jewang, empa ba hlokomele thuto ya Bafarisi le Basaduke. Yare ha Jesu a fihla sebakeng sa Sesaria-Filipi, a botsa barutuwa ba hae, a re: “Batho ba re Mora Motho ke mang?” Ba re: “Ba bang ba re: Ke Johanne Mokolobetsi, ba bang ba re: Ke Elia, mme ba bang ba re: Ke Jeremia kapa e mong wa baporofeta. ” A re ho bona: “Empa lona le re nna ke mang?” Simone Petrose a araba, a re: “O Kreste, Mora wa Modimo ya phelang.” Jesu a mo araba, a re: “O lehlohonolo, Simone mora Jona, kahobane hase motho wa nama le madi ya o senoletseng hona, empa ke Ntate ya mahodimong. Jwale le nna ke a o bolella, ke re: O Petrose, mme hodima lefika lena ke tla haha kereke ya ka, mme monyako wa Nqalo ya Bafu o ke ke wa e hlola. Ke tla o nea dinotlolo tsa Mmuso wa lehodimo; seo o se tlamang lefatsheng se tla tlangwa lehodimong, mme seo o se lokollang lefatsheng se tla lokollwa lehodimong.” Yaba o laya barutuwa ba hae hore ba se ke ba bolella motho hore ke yena Kreste. Ho tloha ka nako eo Jesu a qala ho qaqisetsa barutuwa ba hae hore eka kgona a ye Jerusalema, a yo hlokofatswa haholo ke baholo, le baprista ba baholo, le Ditsebi tsa Molao, a bolawe, mme ka tsatsi la boraro a tsoswe bafung. Petrose a mo nkela kathoko, a mo kgalemela, a re: “Morena Modimo a hauhe! Hona ha ho ka ke ha etsahala ho wena.” Empa Jesu a retelehela ho Petrose, a re: “Tloha ho nna, Satane! O sekgopi ho nna, kahobane ha o hopole tsa Modimo, o hopola tsa botho!” Yaba Jesu o re ho barutuwa ba hae: “Haeba mang kapa mang a rata ho ntatela, a itele, a inkele sefapano, a ntatele. Mang le mang ya ratang ho baballa bophelo ba hae bo tla mo senyehela, empa mang le mang ya senyehelwang ke bophelo ba hae ka baka la ka o tla bo rua. Ebe motho a ka boellwa ke eng haeba a ka rua lefatshe lohle, empa a senyehelwa ke bophelo ba hae? Kapa motho a ka rekanya bophelo ba hae ka eng? Mora Motho o tla tla ka tlotla ya Ntatae le mangeloi a hae, mme o tla putsa motho ka mong ka ho ya ka seo a se entseng. Ruri ke a le bolella: Ho na le ba bang hara ba emeng mona ba ke keng ba tseba lefu ho fihlela ba bona Mora Motho a etla ka Mmuso wa hae.” Kamora matsatsi a tsheletseng, Jesu a nka bo-Petrose, Jakobo le Johanne ngwanabo, a nyolohela le bona thabeng e telele, boinotshing. A fetoha tshobotsi a le pela bona, sefahleho sa hae sa kganya jwaloka letsatsi, diaparo tsa hae tsa eba tshweu jwaloka lesedi. Jwale Moshe le Elia ba iponahatsa ho bona, ba ntse ba bua le Jesu. Petrose a re ho Jesu: “Morena, ke hantle ha re le mona; ha o rata ke tla hloma maphephe a mararo mona, le leng e be la hao, le leng e be la Moshe, le leng e be la Elia.” Yare a sa bua, leru le kganyang la ba kgurumetsa, lentswe la tswa lerung, la re: “Enwa ke Mora wa ka eo ke mo ratang, ya nkgahlang; mo mameleng.” Ha barutuwa ba utlwa hoo, ba itihela fatshe ka difahleho, ba tshohile haholo. Jesu a tla ho bona, a ba ama, a re: “Emang, se tshabeng!” Yare ha ba phahamisa mahlo a bona ba se ke ba bona motho haese Jesu feela. Yare ha ba ntse ba theoha thabeng, Jesu a ba laya, a re: “Le se ke la bolella motho ka pono ena, ho fihlela ha Mora Motho a se a tsositswe bafung.” Barutuwa ba mmotsa, ba re: “Ke hobaneng Ditsebi tsa Molao di reng eka kgona Elia a tle pele?” A ba araba, a re: “Elia o hlile o a tla, mme o tla busetsa dintho tsohle madulong. Empa nna ke re ho lona: Elia o se a ile a tla, mme ha ba a ka ba mo tseba, empa ba ile ba mo etsa kamoo ba ratang kateng; ka mokgwa o jwalo Mora Motho le yena o tla hlokofatswa ke bona.” Jwale barutuwa ba utlwisisa hore o ne a bua le bona ka Johanne Mokolobetsi. Hoba ba fihle hara letshwele, monna e mong a tla ho Jesu, a kgumama kapele ho yena, a re: “Morena, hauhela mora wa ka, hobane o shwa sethwathwa, o utlwa bohloko ka ho fetisisa, mme o atisa ho wela mollong le metsing. Ke ile ka mo tlisa ho barutuwa ba hao, empa ba sitilwe ho mo fodisa.” Jesu a araba, a re: “A moloko o sa dumeleng, o kgopo! Ke tla ba le lona ho fihlela neng? Ke tla le mamella ho fihlela neneng? Mo tliseng ho nna mona!” Jesu a mo kgalemela, mme modemona wa tswa ho yena, moshanyana a fola ka yona nako eo. Jwale barutuwa ba tla ho Jesu ka lekunutu, ba re: “Ke ka baka lang rona re sitilweng ho leleka modemona?” A re ho bona: “Ke hobane tumelo ya lona e a fokola. Kannete ke a le bolella, ke re: Hoja le na le tumelo e kaa ka tlhaku ya mosetareta le ne le tla re ho thaba ena: Sutha mona, o ye mane, mme e ne e tla sutha. Ha ho letho le ka le sitang. Mofuta ona ha o tswe haese ka thapelo le ka ho itima dijo.” Ha ba ntse ba tsamaya hammoho Galelea, Jesu a re ho bona: “Mora Motho o se a tla neelwa matsohong a batho, mme ba tla mmolaya, empa o tla tsoha bafung ka tsatsi la boraro.” Yaba ba swaba haholo. Ha ba fihla Kaperenauma, babokelli ba lekgetho la Tempele ba tla ho Petrose, ba re: “Na moruti wa lona o ntsha lekgetho la Tempele?” A re: “E, o a le ntsha.” Ha Petrose a kena ka tlung, Jesu a mo raka, a re: “Wena o reng, Simone? Mahosi a lefatshe a bokella lekgetho la kgwebo kapa la monna ho bomang? Ho bara ba wona kapa ho baditjhaba?” Yare ha a re: “Ho baditjhaba,” Jesu a re ho yena: “Ha ho le jwalo, bara ba lokolohile. Empa hore re tle re se ke ra ba kgopisa, eya lewatleng, o akgele selope, mme tlhapi eo o tla e tshwasa pele, o e nke, o e ahlamolle, mme o tla fumana setatera; o se nke, o ba nee sona ho lefella rona le wena.” Ka nako eo barutuwa ba tla ho Jesu, ba re: “E moholo Mmusong wa mahodimo ke mang?” Jesu a bitsa ngwana, a mo emisa kapele ho bona, a re: “Ruri ke re ho lona, ha le sa fetohe la tshwana le bana, le ke ke la kena Mmusong wa mahodimo. Ka baka leo, ya ikokobetsang jwaloka ngwana enwa ke yena e moholo Mmusong wa mahodimo. Mang kapa mang ya amohelang ngwana ya jwaloka enwa lebitsong la ka, o a nkamohela. “Mang kapa mang ya dihelang sebeng e mong wa ba banyenyane bana ba dumelang ho nna, ho molemo ho yena hore a tlamellwe lelwala molaleng, mme a dihelwe bodibeng ba lewatle. Ho madimabe lefatshe ka baka la dikgopiso. Dikgopiso di tlameha ho hlaha, empa ho madimabe motho eo dikgopiso di hlahang ka yena. “Haeba letsoho la hao kapa leoto la hao le o dihela sebeng, le pome, o le lahle; ho molemo ho wena ho kena bophelong o le tsohane kapa kotwane ho ena le ho lahlelwa mollong o sa timeng o ena le matsoho a mabedi kapa maoto a mabedi. Ha leihlo la hao le o dihela sebeng, le honye, o le lahle; ho molemo ho wena ho kena bophelong o le moihlwe, ho ena le ho lahlelwa mollong wa dihele o le mahlo a mabedi. “Hlokomelang hore le se ke la nyedisa e mong wa ba banyenyane bana, hobane ke a le bolella: Mangeloi a bona a lehodimong, a bona sefahleho sa Ntate ya mahodimong kamehla. Mora Motho o tlile ho pholosa se neng se lahlehile. “Le reng na? Ha motho e ena le dinku tse lekgolo, mme e nngwe ya tsona e lahleha, na a ke ke a siya tse mashome a robong a metso e robong dithabeng, a ya batla e lahlehileng? Haeba a ka e fumana, ruri ke re ho lona, o tla e thabela ho feta tse mashome a robong a metso e robong tse sa kang tsa lahleha. Ka mokgwa o jwalo, Ntata lona ya mahodimong ha a rate hore ho timele le ya mong wa ba banyenyane bana. “Ha ngwaneno a o sitetswe, eya, o mo nyatse le le inotshi. Haeba a o mamela, e tla ba o hapile pelo ya hae. Empa ha a sa o mamele, nka motho a le mong kapa ba babedi, e le hore taba efe kapa efe e tiiswe ka bopaki ba batho ba babedi kapa ba bararo, empa ha a hana ho ba mamela, bolella kereke; haeba a hana ho mamela le yona kereke, mo tadime e le mohedene le molekgetho. “Ruri ke re ho lona: Tsohle tseo le di tlamang lefatsheng di tla tlangwa lehodimong, mme tsohle tseo le di lokollang lefatsheng di tla lokollwa lehodimong. “Hape ke re ho lona: Haeba ba babedi ba lona ba eba ntsweleng nthong e nngwe le e nngwe eo ba e kopang lefatsheng, ba tla e etsetswa ke Ntate ya mahodimong, hobane moo ba babedi kapa ba bararo ba phuthehetseng teng ka lebitso la ka, ke teng hara bona.” Jwale Petrose a tla ho yena, a re: “Morena, ngwaneso ha a ntse a ntshitelwa ke tla mo tshwarela hakae? Hasupa na?” Jesu a re ho yena: “Ke re ho wena e seng hasupa, empa ha mashome a supileng hasupa. “Ka baka leo, Mmuso wa mahodimo o ka tshwantshwa le kgosi e itseng, e ratileng ho hlahlobisana boemo ba tshebetso le bahlanka ba yona. Eitse ha e qala ho etsa jwalo, ya tlisetswa e mong ya nang le molato wa tjhelete e ditalenta tse kete tse leshome. Kaha a ne a hloka seo a neng a ka lefa ka sona, monga hae a laela hore a rekiswe hammoho le mosadi wa hae, le bana ba hae, le tsohle tseo a nang le tsona, mme ho lefshwe. “Empa mohlanka a itihela maotong a hae, a re: Nkgauhele, ke tla o lefa tsohle. Monga mohlanka eo a mo utlwela bohloko, a mo lokolla, a mo leballa molato. “Empa hoba mohlanka eo a tswe, a kopana le e mong wa balekane ba hae ba bohlanka, ya neng a ena le molato wa didenare tse lekgolo ho yena. A mo tshwara, a mo kgama, a re: Lefa molato wa hao! “Molekane wa hae a itihela maotong a hae, a mo rapela, a re: Nkgauhele, ke tla o lefa. Empa yena a hana, a ya mo hlahlela tjhankaneng ho fihlela a ka lefa molato. Ha balekane ba hae ba bohlanka ba bona se etsahetseng, ba swaba haholo, mme ba ya phetela monga bona tsohle tse etsahetseng. “Yaba monga hae o a mmitsa, o re ho yena: Mohlanka ya kgopo, ke o lebaletse molato wohle hobane o ile wa nthapela. Na e ne e se tshwanelo hore le wena o hauhele molekane wa hao, jwalokaha le nna ke ile ka o hauhela?>*** Monga hae a halefa, a mo neela bahlokofatsi ho fihlela a ka lefa molato kaofela. “Le Ntate ya mahodimong o tla le etsa jwalo, ha le sa tshwarelane bohle ka pelo tsa lona tsohle.” Yare hoba Jesu a qete dipolelo tsena, a tloha Galelea, a fihla naheng ya Judea, mose ho Jorodane. Matshweletshwele a mo latela, mme a a fodisetsa teng. Bafarisi ba tla ho yena, ba mmotsa potso ho mo leka, ba re: “Na ho a dumelleha hore motho a hlale mosadi wa hae ka lebaka lefe kapa lefe?” A araba, a re: “Na ha le eso bale hore tshimolohong Mmopi o ile a etsa e motona le e motshehadi?>*** Mme a re: Ka baka lena monna o tla tlohela ntatae le mmae, a matahane le mosadi wa hae, mme ba babedi bao ba tla fetoha ntho e le nngwe. Kahoo ha ba sa le ba babedi, e se e le ntho e le nngwe. Seo Modimo a se kopantseng se se ke sa arohanngwa ke motho.” Ba re ho yena: “Jwale ke ka baka lang Moshe a laetseng hore mosadi a newe lengolo la tlhalo, mme a hlalwe? ” A re ho bona: “Ka baka la bothata ba dipelo tsa lona, Moshe o ile a le dumella ho hlala basadi ba lona, empa tshimolohong ho ne ho se jwalo. Ke a le bolella hore mang le mang ya hlalang mosadi wa hae, haese ka baka la bohlola, a nyala e mong, o a feba.” Barutuwa ba hae ba re ho yena: “Haeba boo ke boemo ba ditaba tsa monna le mosadi, ha ho molemo ho nyala.” A re ho bona: “Hase bohle ba amohelang polelo ena, e amohelwa feela ke ba abetsweng jwalo, hobane ho na le ba tswetsweng e le mahaole; ho na le mahaole a entsweng mahaole ke batho, mme ho na le ba ikentseng mahaole ka baka la Mmuso wa mahodimo. Ya ka amohelang hona, a ke a ho amohele.” Yaba bana ba tliswa ho Jesu hore a ba bee matsoho, a ba rapelle, empa barutuwa ba kgalemela ba ba tlisang. Jesu a re: “Lesang bana ba tle ho nna. Le se ke la ba thibela ho tla ho nna, hobane Mmuso wa mahodimo ke wa ba jwaloka bona.” A ba bea matsoho, a ikela. Monna e mong a tla ho Jesu, a re: “Moruti, nka etsa eng e molemo, hore ke tle ke be le bophelo bo sa feleng?” A mo araba, a re: “Ke ka baka lang ha o mpotsa ka se molemo? O mong feela ya molemo. Haeba o batla ho kena bophelong, boloka Melao.” A mmotsa, a re: “Melao efe?” Jesu a re: “O se ke wa bolaya; o se ke wa feba; o se ke wa utswa; o se ke wa etseletsa motho e mong; hlompha ntatao le mmao, mme o rate wa heno jwalokaha o ithata.” Mohlankana a re ho yena: “Tsena tsohle ke di bolokile; ke sa hloka eng?” Jesu a araba, a re ho yena: “Haeba o batla ho phetheha, eya, o rekise maruo a hao, o abele mafutsana tjhelete eo, mme o tla ba le letlotlo lehodimong; jwale o tle, o ntatele.” Empa mohlankana ha a utlwa polelo ena a tsamaya a swabile, hobane o ne a ruile haholo. Jesu a re ho barutuwa ba hae: “Ruri ke a le bolella: Ho tla ba thata hore morui a kene Mmusong wa mahodimo. Hape ke re ho lona: Ho bonolo hore kamele e tswe lesobeng la nale ho ena le hore morui a kene Mmusong wa Modimo.” Barutuwa ba hlollwa haholo ha ba utlwa hoo, ba re: “Ke mang he ya ka pholoswang?” Jesu a ba tadima, a re ho bona: “Hona ho sita batho, empa Modimo ha a sitwe ke letho.” Yaba Petrose o re ho yena: “Bona, re tlohetse tsohle, ra o latela. Ekaba re tla ba le eng?” Jesu a re ho bona: “Ruri ke a le bolella, mohla tsohle di ntjhafatswang, ha Mora Motho a dutse teroneng e tlotlehang ya hae, le lona ba ntatetseng le tla dula diteroneng tse leshome le metso e mmedi, le ahlole meloko e leshome le metso e mmedi ya Iseraele. Hape mang le mang ya tlohetseng matlo, bana babo, dikgaitsedi, ntatae, mmae, bana, kapa masimo ka baka la lebitso la ka, o tla putswa halekgolo, mme a rue bophelo bo sa feleng. Ba bangata bao e leng ba pele e tla ba ba ho qetela, mme ba ho qetela e be ba pele. “Mmuso wa mahodimo o tshwana le monga tshimo ya ileng a tsoha kameso ho ya batla batho ba tla sebetsa tshimong ya hae ya morara. Hoba a dumellane le basebetsi hore moputso e tla ba denare ka letsatsi, a ba romela tshimong ya hae ya morara. “Ha e batla e eba hora ya borobong hoseng, a tswa, a bona banna ba bang ba eme lebaleng la motse ba sa etse letho; a re ho bona: Le lona eyang tshimong ya ka ya morara, mme ke tla le nea ho le lokelang. Ba ya. “Ha e batla e eba hora ya leshome le metso e mmedi, a boela a tswa, a etsa jwaloka pele; le ka hora ya boraro a etsa jwalo. Ha e batla e eba hora ya bohlano motsheare wa mantsiboya, a tswa, a fumana ba bang ba eme, a re ho bona: Le emetseng moo letsatsi lohle le sa etse letho?>*** “Ba re ho yena: Ke kahobane ha ho ya re fang mosebetsi. “A re ho bona: Le lona eyang tshimong ya ka ya morara. “Mantsiboya monga tshimo ya morara a re ho mookamedi wa mosebetsi wa hae: Bitsa basebetsi, o ba lefe meputso ya bona, ho qala ka ba ho qetela ho isa ho ba pele. “Ba qadileng ho sebetsa ha e batla e eba hora ya bohlano ba tla, ba amohela denare e mong le e mong. Ba pele ba tla, ba hopola hore ba tla amohela ho fetang hoo, empa e mong le e mong a amohela denare. Ba e amohela ba ntse ba korotlela monga tshimo, ba re: Bana ba ho qetela ba sebeditse hora e le nngwe feela, empa o ba lekantse le rona ba ileng ba sebetsa ka thata letsatsi lohle hara motjheso. “A araba e mong wa bona, a re: Monna heso, ha ke o tlatlape. Na ha re a dumellana ka denare? Nka moputso wa hao, o ikele; ke rata ho fa monna enwa wa ho qetela jwalokaha ke o file. Na ha ke na tokelo ya ho etsa seo ke se ratang ka seng sa ka? Kapa o mona ha ke fana?>*** “Ka mokgwa o jwalo ba ho qetela e tla ba ba pele, ba pele e be ba ho qetela.” Jesu ha a nyolohela Jerusalema a ya le barutuwa ba leshome le metso e mmedi boinotshing, mme ha ba le tseleng a bua le bona, a re: “Bonang, re nyolohela Jerusalema, mme Mora Motho o tla neelwa matsohong a baprista ba baholo le Ditsebi tsa Molao. Ba tla mo ahlolela lefu, ba neelane ka yena ho baditjhaba, hore ba mo some, ba mo shape, mme ba mo thakgise sefapanong, a nto tsoha ka letsatsi la boraro.” Mohatsa Sebedea, a ena le bara ba hae, a tla ho Jesu, a mo kgumamela, mme a mo kopa ho hong. Jesu a re ho yena: “O batlang?” A re ho yena: “Laela hore Mmusong wa hao bara bana ba ka ba babedi ba tle ba dule, e mong ka letsohong la hao le letona, e mong ka ho le letshehadi.” Jesu a araba, a re: “Ha le tsebe seo le se kopang. Na le ka nwa senwelo seo ke leng lekgatheng la ho se nwa?” Ba re ho yena: “Re ka se nwa.” A re ho bona: “Ha e le senwelo sa ka le tla se nwa, empa ha e le ho dula ka letsohong la ka le letona kapa ka ho le letshehadi hase nna ya ka fanang ka hona, ke ha ba ho lokiseditsweng ke Ntate.” Ha barutuwa ba hae ba leshome ba utlwa hoo, ba halefela bara bao ba babedi. Yaba Jesu o a ba bitsa, o re: “Le a tseba hore babusi ba ditjhaba ba di busa ka thata, mme ba baholo ba di tshwara ka thata. Empa ha ho na ho ba jwalo ho lona; ya batlang ho ba e moholo hara lona; e tla ba mosebeletsi wa lona, mme ya batlang ho ba wa pele hara lona, e tla ba mohlanka wa lona. Ka mokgwa o jwalo Mora Motho ha a ya tlela ho sebeletswa, empa ho tla sebeletsa le ho neelana ka bophelo ba hae hore e be topollo ya ba bangata.” Ha ba tloha Jeriko letshwelehadi la latela Jesu. Difofu tse pedi, tse neng di dutse pela tsela, ha di utlwa hore Jesu o a feta, tsa howa, tsa re: “Morena, Mora Davida, re hauhele!” Letshwele la di kgalemela hore di thole, empa tsa eketsa tsa howa, tsa re: “Morena, Mora Davida, re hauhele!” Jesu a ema, a di bitsa, a re: “Le rata ha ke le etsetsa eng?” Tsa re ho yena: “Morena, re batla ho foufollwa.” Jesu a di utlwela bohloko, a ama mahlo a tsona; hanghang tsa bona, mme tsa mo latela. Ha ba atamela Jerusalema, mme ba fihla Bethefage, Thabeng ya Mehlwaare, Jesu a roma barutuwa ba babedi, a re ho bona: “Eyang motseng o kapele ho lona, mme le tla fumana tonki e holehilweng, e nang le petsana. Le di lokolle, le di tlise mona ho nna, mme ha motho a ka le botsa ho hong, le re ho yena: Morena o a di hloka, mme o tla di lokolla hanghang.” Hona ho ile ha etsahala hore ho tle ho phethahale se boletsweng ke moporofeta, ha a re: “Bolellang moradi wa Sione: Bona! Kgosi ya hao e tla ho wena e ikokobeditse, e palame tonki, e palame petsana ya tonki.” Yaba barutuwa ba a ya, mme ba etsa kamoo Jesu a ba laetseng kateng. Ba tlisa tonki le petsana ya yona, ba ala diaparo tsa bona hodima tsona, mme a palama. Letshwelehadi la batho la ala diaparo tsa lona tseleng, mme ba bang ba lona ba rema makala difateng, ba a ala ka tseleng. Matshwele a neng a mo eteletse pele, le a neng a etla kamorao a howa, a re: “Hosanna ho Mora wa Davida! Ho bokwe ya tlang ka lebitso la Morena! Hosanna mahodimong a hodimodimo!” Ha Jesu a kena Jerusalema, motse wohle wa hlokoleha. Batho ba botsa, ba re: “Eo ke mang?” Matshwele a re: “Enwa ke moporofeta Jesu, ya tswang Nasaretha e Galelea.” Jesu a kena ka Tempeleng, a phahla bohle ba neng ba reka, ba rekisetsa ka ho yona; a phethola ditafole tsa baananyi ba ditjhelete le ditulo tsa ba rekisang maeba. A re ho bona: “Ho ngotswe, ho thwe: “ Ntlo ya ka e tla bitswa ntlo ya thapelo, empa lona le e etsa lehaha la dinokwane. ” Jwale difofu le diritsa tsa tla ho yena ka Tempeleng, mme a di fodisa. Ha baprista ba baholo le Ditsebi tsa Molao ba bona tse hlollang tseo a di entseng, le bana ba howang ka Tempeleng, ba re: “Hosanna ho Mora wa Davida!” ba halefa haholo. Ba re ho yena: “Na o ntso utlwa seo ba se bolelang?” Jesu a re ho bona: “E, ke a utlwa. Na ha le eso bale moo ho thweng: O itokiseditse thoko ka melomo ya bana le ya masea? ” Yaba o tloha ho bona, o tswela kantle ho motse, o ya Bethania, mme a robaletsa teng. Jesu ha a kgutlela motseng, e sa le hoseng, a ikutlwa a lapile. A bona sefate sa feiye kathoko ho tsela, a ya ho sona, a mpa a fumana se se na letho, haese mahlaku feela. A re ho sona: “O se hlole o beha ditholwana le ka mohla!” Sefate sa omella hanghang. Barutuwa ha ba se bona ba makala haholo, ba re: “Sefate see sa feiye se omeletse hanghang ka mokgwa o jwang?” Jesu a ba araba, a re: “Ruri ke a le bolella hore haeba le ena le tumelo, le sa belaele, ha le na ho etsa feela se entsweng sefateng sa feiye, empa leha le ka re ho thaba ena: Sutha, o yo wela lewatleng, hoo ho tla etsahala, mme tsohle tseo le di kopang ka thapelo, le dumela, le tla di fumana.” Hoba Jesu a kene ka Tempeleng, baprista ba baholo le baholo ba setjhaba ba tla ho yena a ntse a ruta, ba re: “Ke ka matla afe o etsang tsee? Matla aa o a neilwe ke mang?” Jesu a ba araba, a re: “Le nna ke tla le botsa potso e le nngwe. Ha le ka mpolella seo ke se botsang, le nna ke tla le bolella hore na ke ka matla afe ke etsang dintho tsena. Kolobetso ya Johanne e ne e etswa kae: Lehodimong kapa bathong?” Ba buisana ba le bang, ba re: “Ha re ka re, e ne e etswa lehodimong, o tla re ho rona, na ke ka baka lang re sa kang ra mo dumela. Empa ha re ka re e ne e etswa bathong, re tshaba letshwele lena, hobane bohle ba tadima Johanne e le moporofeta.” Ba araba Jesu, ba re: “Ha re tsebe.” A re ho bona: “Le nna ha ke le bolelle hore na ke ka matla afe ke etsang tsena. “Le reng na? Monna e mong o ne a ena le bara ba babedi. A ya ho wa pele, a re: Mora ka, tsamaya o yo sebetsa tshimong ya morara, kajeno! “A araba, a re: Ke a hana! Empa hamorao a ikwahlaya, a ya. “A ya ho wa bobedi, a bua jwaloka ho wa pele. Yena a araba, a re: E, ntate, ke tla ya, empa a se ke a ya. “Ke ofe ho bao ba babedi ya entseng thato ya ntatae?” Ba re: “Ke wa pele.” Jesu a re ho bona: “Ruri ke a le bolella: Balekgetho le diotswa ba tla kena Mmusong wa Modimo pele ho lona. Johanne o tlile ho lona ka tsela ya ho loka, mme ha le a ka la mo dumela, empa balekgetho le diotswa ba ile ba mo dumela. Feela leha le bone, ha le a ka la ikwahlaya hamorao, la mo dumela. “Mamelang setshwantsho se seng hape: Ho ne ho ena le monga tshimo ya ileng a lema tshimo ya morara, a e teela hare ka lerako, a tjheka setlhotlelo hara yona, a ba a haha le kalana ya molebedi. A e nea balemi ho e lema seahlolo, yaba o a eta. Yare ha nako ya kotulo e atametse, a romela bahlanka ba hae ho balemi ho ya bokella seabo sa hae sa kotulo. “Balemi ba tshwara bahlanka ba hae; ba kgakgatha e mong, ba bolaya e mong, mme ba tlepetsa e mong ka majwe. A boela a romela bahlanka ba bang hape, ba bangata ho feta ba pele, mme le bona ba nna ba etswa jwalo. Qetellong a romela mora wa hae, a re: Ba tla hlompha mora wa ka. “Empa ha balemi ba bona mora, ba buisana, ba re: Enwa ke mojalefa; a re mmolayeng, re tle re je lefa la hae! Ba mo tshwara, ba mo kgarameletsa kantle ho tshimo, mme ba mmolaya. “Jwale ekaba mohla monga tshimo a tlang, balemi baa o tla ba etsa jwang?” Ba re ho yena: “Batho bao ba kgopo o tla ba timetsa hampe, tshimo a e nee balemi ba bang ho e lema seahlolo, ba tla mo nea seabo sa kotulo ka nako ya sona.” Jesu a re ho bona: “Na ha le eso bale Mangolong a halalelang, moo ho thweng: “ Lejwe le lahlilweng ke dihahi le fetohile lejwe la mantlha; ke Morena ya entseng hona, mme mahlong a rona ke mohlolo? “Ka baka leo, ke a le bolella, ke re, le tla amohuwa Mmuso wa Modimo, mme o tla newa setjhaba se behang ditholwana tsa wona. Mang kapa mang ya welang hodima lejwe lena o tla tamukana, mme le tla silakanya eo le mo welang hodimo.” Baprista ba baholo le Bafarisi ha ba utlwa ditshwantsho tsa hae, ba elellwa hore o bua ka bona. Ba ne ba batla ho mo tshwara, ba mpa ba tshaba matshwele, hobane a ne a tadima Jesu e le moporofeta. Jesu a boela a bua le bona ka ditshwantsho, a re: “Mmuso wa lehodimo o jwaloka kgosi e neng e etseditse mora wa yona mokete wa lenyalo. Ya roma bahlanka ba yona ho ya bitsa ba memetsweng moketeng, empa ba hana ho tla. “Ya boela ya roma bahlanka ba bang hape, ya re: Bolellang bamemuwa hore ke lokisitse mokete; dipholo le dinonneng tsa ka di se di hlabilwe, tsohle di lokile, ba tle moketeng. “Empa bamemuwa ba se ke ba ba natsa, ba itsamaela; e mong a ikela masimong, e mong a ikela kgwebong ya hae. Ba bang ba tshwara bahlanka ba kgosi, ba ba etsa hampe, mme ba ba bolaya. Kgosi ya halefa, ya romela dimphi tsa yona, tsa ripitla babolai bao, tsa tjhesa motse wa bona. “Yaba e re ho bahlanka ba yona: Mokete wa lenyalo o lokisitswe, empa ba neng ba memilwe ba ne ba sa lokela. Eyang ke hona mateanong a ditsela, mme bohle bao le ba fumanang le ba memele moketeng. Yaba bahlanka ba ya ditseleng, ba phutha bohle bao ba ba fumanang, ba lokileng le ba kgopo, mme ntlo ya mokete ya tlala tswete! “Kgosi ya kena ho tla bona bamemuwa, mme ya bona motho ya sa aparang seaparo sa mokete. Ya re ho yena: Motswalle, o kene jwang moo o se na seaparo sa mokete? Empa eo a kgutsa. “Yaba kgosi e re ho basebeletsi: Mo tlameng sekolokoto, le mo lahlele kantle lefifing, moo ho tla ba le dillo le ditsikitlano tsa meno. “Ba mengwang ba bangata, empa ba kgethwang ha ba bakae.” Yaba Bafarisi ba a tsamaya, ba ilo buisana ka hore na ba ka mo tshwasa jwang ka dipuo tsa hae. Ba roma barutuwa ba bona ba ena le balatedi ba Heroda, mme ba re: “Moruti, re a tseba hore o motho wa nnete, mme o ruta tsela ya Modimo kannete, ha o natse motho, hobane ha o ye ka tshobotsi. Re bolelle he: O reng? Na ho a dumelleha hore ho ntshetswe Sesare lekgetho kapa tjhe?” Empa Jesu a lemoha bokgopo ba bona, mme a re: “Baikaketsi ting! Le ntekelang? Mpontsheng tjhelete ya lekgetho!” Ba mo tlisetsa denare. A re ho bona: “Setshwantsho see, le mongolo oo, ke tsa mang?” Ba re: “Ke tsa Sesare.” Yaba o re ho bona: “Ka baka leo, neang Sesare seng sa Sesare, le Modimo seng sa Modimo.” Ha ba utlwa hona ba hlollwa, ba tloha ho yena, ba ikela. Ka lona tsatsi leo Basaduke, ba neng ba re ha ho tsoho ya bafu, ba tla ho yena ba mmotsa, ba re: “Moruti, Moshe o itse: Ha monna a eshwa a se na bana, ngwanabo o tla kenela mohlolohadi eo, a tswalle ngwanabo bana. Jwale hara rona ho ne ho ena le bara ba motho ba supileng. Wa pele a nyala, a shwa, mme kaha a ila shwa a se na bana a siela ngwanabo mosadi wa hae. Ha eba jwalo le ho wa bobedi le ho wa boraro, ho fihlela le ho wa bosupa. Qetellong le yena mosadi a shwa. Jwale, mohla tsoho ya bafu, mosadi eo e tla ba wa mang ho bao ba supileng, hobane e bile wa bona kaofela?” Jesu a ba araba, a re: “Le lahleha ke ho se tsebe Mangolo a halalelang, leha e le matla a Modimo, hobane tsohong ya bafu batho ha ba nyalane, empa ba jwaloka mangeloi lehodimong. Tabeng ya tsoho ya bafu, na ha le eso bale seo Modimo a neng a le bolelle sona, a re: Ke nna Modimo wa Aborahama, Modimo wa Isaka, le Modimo wa Jakobo? Modimo hase Modimo wa bafu, empa ke Modimo wa ba phelang.” Matshwele ha a utlwa taba ena a hlollwa ke thuto ya hae. Hoba Bafarisi ba utlwe hore Jesu o kwetse Basaduke melomo, ba phutheha. E mong wa bona, eo e leng Setsebi sa Molao, a leka Jesu ka potsa ena: “Moruti, taelo e kgolo Molaong ke efe?” A re ho yena: “ Rata Morena Modimo wa hao ka pelo ya hao yohle, le ka moya wa hao wohle, le ka maikutlo a hao wohle. Ena ke yona taelo e kgolo, ya pele. Ya bobedi e tshwanang le yona e re: Rata wa heno jwalokaha o ithata. Molao wohle le Baporofeta ba itshetlehile ka ditaelo tse pedi tsena.” Yare ha Bafarisi ba phuthehile, Jesu a ba botsa, a re: “Le reng ka Kreste? Ke mora wa mang?” Ba re ho yena: “Wa Davida.” A re ho bona: “Ke ka baka lang ha Davida, ka tataiso ya Moya, a mmitsa Morena, a re: “ Morena o itse ho Morena wa ka: Dula ka letsohong la ka le letona, ho fihlela ke bea dira tsa hao katlasa maoto a hao?>*** “Haeba he Davida a mmitsa Morena, ke mora wa hae jwang?” Ha ho ya ileng a tseba ho mo araba, mme ho tloha tsatsing leo ha ho ya kileng a ba sebete ho mmotsa hape. Yaba Jesu o bua le matshwele le barutuwa ba hae, o re: “Ditsebi tsa Molao le Bafarisi ba dutse setulong sa Moshe. Ka baka leo, phethang, le hlokomele tsohle tseo ba le bolellang tsona, empa le se ke la ba etsisa, hobane ba bua feela, empa ba sa etse. Ba tlama mejaro e boima, ba e bee hodima mahetla a batho, empa bona, ka bobona, ha ba utlwisise ho e thetsa le ka monwana. “Diketso tsa bona tsohle ba di etsa hore ba bonwe ke batho. Ba habolla mekotlana ya Mangolo a halalelang eo ba e rwetseng, ba lelefatsa ditjellane tsa dikobo tsa bona, ba rata ditulo tse kapele meketeng, le ditulo tse hlomphehang matlung a thapelo, le ho dumediswa mabaleng a metse, le ho bitswa Moruti ke batho. “Empa lona le se ke la bitswa Moruti, hobane le na le Moruti a le mong, mme bohle le bana ba motho. Mona lefatsheng le se ke la bitsa motho Ntata lona, hoba le na le Ntate a le mong, lehodimong. Le se ke la bitswa Batsamaisi, hobane le na le Motsamaisi a le mong, e leng Kreste. E moholo ho lona e tla ba mosebeletsi wa lona. Ya iphahamisang o tla kokobetswa, mme ya ikokobetsang o tla phahamiswa. “Le madimabe lona Ditsebi tsa Molao le Bafarisi, baikaketsi ting! Le kwalla batho Mmuso wa mahodimo, empa lona ka bolona le sa kene, mme ha le dumelle le ba kenang ho kena. Le madimabe lona Ditsebi tsa Molao le Bafarisi, baikaketsi ting! Le hapa matlo a bahlolohadi, le etsa dithapelo tse telele ka boikaketsi; ka baka lena le tla ahlolwa. “Le madimabe lona Ditsebi tsa Molao le Bafarisi, baikaketsi ting! Le tjhalaka le mawatle le lefatshe ho sokolla motho a le mong, mme ha a sokoloha le mo etsa ngwana wa dihele ho feta lona habedi. “Le madimabe lona batsamaisi ba foufetseng, ba reng: Ha motho a hlapanya ka Tempele, tlhapanyo eo hase letho, empa ha a hlapanya ka kgauta ya Tempele, o tlangwa ke tlhapanyo eo. Dithoto ting le difofu ting! Ho hoholo ke hofe: Ke kgauta kapa Tempele e halaletsang kgauta eo? Hape le re: Ha motho a hlapanya ka aletare tlhapanyo eo hase letho, empa ha a hlapanya ka mpho e aletareng, o tlangwa ke tlhapanyo eo. Difofu ting! Ho hoholo ke hofe: Ke mpho kapa aletare e halaletsang mpho eo? Ka baka leo, ya hlapanyang ka aletare, o hlapanya ka aletare eo le ka tsohle tse ka ho yona; ya hlapanyang ka Tempele o hlapanya ka yona le ka ya ahileng ho yona, mme ya hlapanyang ka lehodimo o hlapanya ka terone ya Modimo, le ka ya dutseng hodima yona. “Le madimabe lona Ditsebi tsa Molao le Bafarisi, baikaketsi ting! Le ntsha karolo ya leshome ya kwena, tenane le sepaile, feela le tlohetse dintho tsa bohlokwa tsa Molao: Toka, mohau le botshepehi. Le ne le tshwanela ho etsa tsena, feela le sa lebale tseo. Batsamaisi ting ba difofu, ba okolang monwang, empa ba metseletse kamele! “Le madimabe lona Ditsebi tsa Molao le Bafarisi, baikaketsi ting! Le hlwekisa bokantle ba mohope le sejana, empa kahare di tletse tsa boshodu le ho hloka boitshwaro. Sefofu towe sa Mofarisi! Qala ka ho hlwekisa bokahare ba mohope e le hore bokantle ba wona le bona bo tle bo hlweke. “Le madimabe lona Ditsebi tsa Molao le Bafarisi, baikaketsi ting! Le jwaloka mabitla a kwetlisitsweng, a tadimehang a kgahleha kantle, empa kahare a tletse masapo a bafu le dibodu tsohle. Le lona le jwalo: kantle le tadimeha le lokile, athe kahare le tletse boikaketsi le bokgopo. “Le madimabe lona Ditsebi tsa Molao le Bafarisi, baikaketsi ting! Le hahela baporofeta mabitla; le kgabisa diemahale tsa mabitla a ba lokileng, mme le re: Hoja ebe re phetse mehleng ya bontata rona, re ka be re sa ka ra ba le kabelo le bona polaong ya baporofeta. Ka baka leo, le a ipaka hore le bara ba babolai ba baporofeta. E, qetelang seo bontata lona ba se qadileng! “Dinoha ting! Madinyane a marabe! Kahlolo ya dihele le tla e phonyoha jwang? Ka baka leo, ke le romela baporofeta, bahlalefi le Ditsebi tsa Molao. Ba bang ba bona le tla ba bolaya, le ba thakgise, mme ba bang ba bona le tla ba shapela matlung a lona a thapelo, le ba phaladise le metse yohle; hore madi wohle a ba lokileng a tsholotsweng lefatsheng a botswe ho lona ho qala ka madi a Abele ya lokileng, ho ya fihla ho a Sakariya, mora Barakiase, eo le neng le mmolaele pakeng tsa sehalalelo le aletare. Ruri ke a le bolella hore tsena tsohle di tla botswa ho moloko ona. “Jerusalema! Jerusalema! Wena ya bolayang baporofeta, ya tlepetsang ka majwe ba rometsweng ho wena, ke hakae ke lakaditseng ho phutha bana ba hao, jwalokaha kgoho e alama ditsuonyana tsa yona, empa wa hana! Bonang, ntlo ya lona e tla sala e le dithako. Ke a o bolella hore ho tloha jwale ha le sa tla mpona ho fihlela le re: Ho bokwe ya tlang ka lebitso la Morena! ” Ha Jesu a tloha Tempeleng a tsamaya, barutuwa ba hae ba tla ho yena, ba mmontsha mehaho ya Tempele. A ba botsa, a re: “Na tsee kaofela le a di bona? Ruri ke a le bolella hore ha ho na lejwe le tla sala hodima le leng mona; a tla heletswa kaofela.” Yare ha a ntse a dutse Thabeng ya Mehlwaare, barutuwa ba hae ba tla ho yena boinotshing, ba re: “Ako re bolelle: Dintho tsee di tla etsahala neng? Pontsho e tla ba efe ya ho tla ha hao le ya ho fela ha mehla ya kajeno?” Jesu a ba araba, a re: “Hlokomelang, le se ke la tshoha le kgeloswa ke motho ofe kapa ofe! Ba bangata ba tla tla ka lebitso la ka, ba re: Ke nna Kreste, mme ba tla kgelosa ba bangata. Le tla utlwa mekgosi ya dintwa le madume a dintwa. Hlokomelang, le se ke la tshoha. Hona eka kgona ho etsahale, empa ha e eso be bofelo. Ditjhaba di tla tsohelana matla le mebuso e futuhelane; ho tla ba le ditlala tsa sekoboto le ditshisinyeho tsa lefatshe dibakeng tse ngata. Dintho tsena tsohle ke qaleho ya ditlokotsi. “Mohlang oo ba tla neelana ka lona hore le hlokofatswe, mme ba tla le bolaya. Ditjhaba tsohle di tla le hloya ka baka la lebitso la ka. Jwale ba bangata ba tla wa, ba ekane, ba hloyane. Ho tla hlaha baporofeta ba bohata ba bangata, ba kgelose ba bangata, mme ka baka la ho ata ha bokgopo lerato la ba bangata le tla qepha. Empa ya tla tiisetsa ho fihlela qetellong, yena o tla pholoswa. Molaetsa ona o molemo wa Mmuso o tla phatlalatswa lefatsheng lohle, e le bopaki ho ditjhaba tsohle, mme ebe jwale ho tla bofelo.” “Ha le bona Manyala a Tshenyeho a eme Sebakeng se halalelang, kamoo ho ileng ha bolelwa kateng ke moporofeta Daniele, mmadi a utlwisise se bolelwang! Mohlang oo ba leng Judea ba balehele dithabeng; motho ya sehlohlolong sa ntlo a se ke a ba a theoha ho ya ntsha thepa ka tlung ya hae; le motho ya masimong a se ke a ba a kgutlela hae ho ya lata seaparo sa hae. Ho tla ba madimabe baimana le batswetse ba matsatsi ao! Rapelang hore paleho ya lona e se be ka nako ya mariha kapa ka tsatsi la Sabatha, hobane mohlang oo ho tla ba le ditlokotsi tse kgolo, tse esong ho be teng ho tloha tshimolohong ya lefatshe ho fihlela jwale, mme ha di sa tla ba teng hape. Hojane nako eo ha e tlo kgutsufatswa ho ne ho se motho le ya mong ya neng a tla pholoha, empa nako eo e tla kgutsufatswa ka baka la bakgethwa. Mohlang oo haeba motho a ka re ho wena: Bona, Kreste ke enwa! kapa: Bona, ke eo! le se ke la ba la dumela, hobane bo-Kreste ba bohata le baporofeta ba bohata ba tla hlaha, mme ba tla etsa dipontsho le dimakatso tse kgolo hore, haeba ho ka etsahala, ba tle ba kgelose le bona bakgethwa. Jwale, ke le boleletse e sa le pele. “Ka baka leo, haeba ba re ho lona: Bonang, o teng feelleng! le se ke la ya teng; kapa: Bonang, o phaposing! le se ke la ba la dumela, hobane jwalokaha lehadima le tsekema ho tloha botjhabela le be le yo fihla bophirimela, le ho tla ha Mora Motho ho tla ba jwalo. Kae le kae moo sefifi se leng teng matlaka a tla bokana teng.” “Hanghang kamora ditlokotsi tsa matsatsi ao, letsatsi le tla fifala, kgwedi ha e na ho bonesa; dinaledi di tla wa lehodimong, mabotho a mahodimo a tla tsukutleha. “Jwale pontsho ya Mora Motho e tla hlaha lehodimong, merabe yohle ya lefatshe e tla ikotla difuba ka dillo, mme e tla bona Mora Motho a etla a le hodima maru a lehodimo, ka matla le ka tlotla e kgolo. O tla roma mangeloi a hae ka terompeta e modumo o moholo, mme a tla phutha bakgethwa ba hae ba etswa diqoleng tse nne tsa lefatshe, ba etswa pheletsong e ka nqena ya mahodimo ho isa ho e ka nqane.” “Ithuteng ka setshwantsho sa sefate sa feiye. Ha lekala la sona le nolofala, le fuputsa mahlaku, le ye le tsebe hore lehlabula le haufi. Ka mokgwa o jwalo, le lona ha le bona dintho tsena tsohle, tsebang hore o haufi, o monyako. Ruri ke a le bolella, moloko ona o ke ke wa fela tseo tsohle di eso etsahale. Lehodimo le lefatshe di tla fela, empa mantswe a ka a ke ke a fela.” “Empa letsatsi leo le hora eo, ha ho ya di tsebang, esita le mangeloi a lehodimo kapa Mora, ha a di tsebe, haese Ntate a le mong feela. Jwaloka mehleng ya Nowe, ho tla ba jwalo ha Mora Motho a etla. Mehleng eo, e bileng pele ho morallo wa metsi, batho ba ne ba eja, ba enwa, ba nyala, ba nyadisa, ho fihlela letsatsing leo Nowe a neng a kene arekeng ka lona. Ha ba a ka ba tseba ho fihlela morallo wa metsi o fihla, o ba hohola kaofela. Ho tla ha Mora Motho le hona ho tla ba jwalo. Mohlang oo ba babedi ba tla ba masimong, e mong o tla nkwa, e mong a siuwe; basadi ba babedi ba tla be ba sila lelwaleng, e mong o tla nkwa, e mong a siuwe. “Ka hona fadimehang, hobane ha le tsebe letsatsi leo Morena wa lona a tla tla ka lona. Le a tseba hore hoja monga ntlo a tseba nako eo leshodu le tla tla ka yona bosiu, a ka be a ile a fadimeha, mme a se ke a dumela hore ntlo ya hae e thuuwe. Ka baka leo, le lona itokiseng, hobane Mora Motho o tla tla ka nako eo le sa e lebellang.” “Jwale ke ofe mohlanka ya tshepahalang, ya bohlale, eo monga hae a mmeileng ho laola ba lelapa la hae, hore a ba fepe ka nako e lokelang? “Ho lehlohonolo mohlanka eo ereng ha monga hae a fihla, a mo fumane a etsa jwalo. Ruri ke a le bolella, o tla mo etsa modisa wa maruo wohle a hae. Empa haeba e le mohlanka ya kgopo, o tla re ka pelong: Monga ka o dieha ho tla, ebe o qala ho otla balekane ba hae ba bohlanka, mme a je, a nwe le matahwa. Monga mohlanka eo o tla tla ka letsatsi leo mohlanka a sa le lebellang, le ka nako eo a sa e tsebeng, mme o tla mo kgabelaka, a mmee hara baikaketsi, moo ho tla ba le dillo le ditsikitlano tsa meno.” “Mohlang oo Mmuso wa mahodimo o tla tshwana le barwetsana ba leshome, ba ileng ba nka mabone a bona, yaba ba tswa ho ya kgahlanyetsa monyadi. Ba bahlano ba bona e ne e le dithoto, ba bahlano e le ba bohlale. Dithoto tsa nka mabone a tsona, empa tsa se ka tsa nka ole; athe ba bohlale ba ile ba nka ole ka dipitsana le mabone a bona. Ka baka la ho dieha ha monyadi, bohle ba thibasela, ba robala. “Jwale hara mpa bosiu ha hlajwa mokgosi o reng: Monyadi ke eo! Tswang, le mo kgahlanyetse! “Yaba moo barwetsana bao bohle ba tsohang, ba lokisa mabone a bona. Dithoto tsa re ho ba bohlale: Re qhatsetseng ole ya lona, kahobane mabone a rona a a tima. “Ba bohlale ba araba, ba re: Tjhe, e ke ke ya lekana rona le lona; le ka mpa la ya ho barekisi, la ithekela. “Yare ba sa ilo ithekela, monyadi a fihla; ba itokisitseng ba kena le yena moketeng, mme ha kwalwa monyako. “Kamorao ha fihla barwetsana ba neng ba setse, ba re: Monghadi, Monghadi, re bulele! “A ba araba, a re: Ruri ke a le bolella, ha ke le tsebe. “Ha ho le jwalo fadimehang, kahobane ha le tsebe letsatsi leha e le hora.” “Ho tla ba jwalokaha motho ya neng a etela naheng e hole a ile a bitsa bahlanka ba hae, a re ba sale le maruo a hae. A nea e mong tjhelete e ditalenta di hlano, e mong e ditalenta di pedi, e mong yena e le nngwe, e mong le e mong ho ya ka matla a hae, a nto tsamaya. Hanghang ya amohetseng ditalenta tse hlano a phakisa a hweba ka tsona, a etsa phaello ya tse hlano. Ka mokgwa o jwalo ya amohetseng tse pedi a etsa phaello ya tse pedi. Empa ya amohetseng e le nngwe a ya tjheka fatshe, a pata tjhelete ya monga hae. “Yare kamora nako e telele, monga bahlanka bao a tla, mme a hlahlobisana boemo ba tshebetso le bona. Ya neng a amohetse ditalenta tse hlano a atamela, a tlisa ditalenta tse ding tse hlano, a re: Monghadi, o ne o ntshietse ditalenta tse hlano. Bona, ke entse phaello ya ditalenta tse ding tse hlano. “Monga hae a re ho yena: Ke hantle, mohlanka ya kgabane, ya tshepahalang; o tshepahetse dinthong tse seng kae, ke tla o etsa modisa wa tse ngata. Kena, o thabe le monga hao! “Ya neng a amohetse ditalenta tse pedi le yena a atamela, a re: Monghadi, o ntshietse ditalenta tse pedi. Bona, ke entse phaello ya ditalenta tse ding tse pedi. “Monga hae a re ho yena: Ke hantle, mohlanka ya kgabane, ya tshepahalang; o tshepahetse dinthong tse seng kae, ke tla o etsa modisa wa tse ngata. Kena, o thabe le monga hao! “Empa ya amohetseng talenta e le nngwe le yena a atamela, a re: Monghadi, ke ile ka o tseba o le motho ya thata, ya kotulang moo a sa kang a jala, ya bokellang moo a sa kang a olosa; ke ne ke tshaba, ka hona ka ya pata talenta ya hao mobung: Bona, seng sa hao e ntse e le sena! “Monga hae a mo araba, a re: Mohlanka ya kgopo, ya botswa, o tsebile hore ke kotula moo ke sa kang ka jala, mme ke bokella moo ke sa kang ka olosa. O ka be o ile wa isa tjhelete ya ka bankeng, etlere mohla ke kgutlang ke e amohele e se e ena le phaello. “ Mo amoheng talenta eo, le e nee ya nang le ditalenta tse leshome, hobane mang le mang ya nang le letho o tla newa, mme o tla ngatafallwa; athe ya se nang letho, o tla amohuwa le seo a nang le sona. Mohlanka enwa ya se nang thuso, mo lahleleng kantle lefifing, moo ho tla ba le dillo le ditsikitlano tsa meno! ” “Mohla Mora Motho a tlang ka tlotla ya hae, a ena le mangeloi wohle, o tla dula teroneng ya hae ya botlotlehi. Ditjhaba tsohle di tla phuthehela pela hae, mme o tla kgetha ba bang ho ba bang, jwalokaha modisa a kgetha dinku ho dipodi; o tla bea dinku ka letsohong la hae le letona, dipodi ka ho le letshehadi. “Jwale Kgosi e tla re ho ba ka ho le letona: Tloong, lona ba hlohonolofaditsweng ke Ntate, le rue Mmuso oo le o lokiseditsweng haesale lefatshe le thewa, hobane ke ne ke lapile, la mpha dijo; ke nyorilwe, la mpha ka nwa; ke le moeti, la nkamohela; ke hlobotse, la nkapesa; ke kula, la ntlhwela; ke le tjhankaneng, la ntjhakela. “Ke moo ba lokileng ba tla mo araba, ba re: Morena, ke neng re ileng ra o bona o lapile, yaba re a o fepa; kapa o nyorilwe, ra o fa wa nwa? Ke neng re ileng ra o bona o le moeti, ra o amohela; kapa o hlobotse, ra o apesa? Ke neng re ileng ra o bona o kula kapa o le tjhankaneng, ra o tjhakela?>*** “Kgosi e tla ba araba, e re: Ruri ke a le bolella, seo le se etseditseng e mong wa bao ba banyenyane ho bana beso, le se etseditse nna. “Jwale o tla re ho ba ka ho le letshehadi: Tlohang ho nna, lona ba rohakilweng, le ye mollong o sa feleng, o lokiseditsweng Diabolosi le mangeloi a hae, hobane ke ne ke lapile, la se ke la mpha dijo; ke nyorilwe, la se ke la mpha ka nwa; ke le moeti, la se ke la nkamohela; ke hlobotse, la se ke la nkapesa; ke kula, ke le tjhankaneng, la se ke la ntlhwela. “Ke moo ba tla mo araba le bona, ba re: Morena, ke neng re ileng ra o bona o lapile, o nyorilwe, o le moeti, o hlobotse, o kula, kapa o le tjhankaneng, yaba ha re o etsetse letho?>*** “O tla ba araba, a re: Ruri ke a le bolella, seo le sa kang la se etsetsa e mong wa ba banyenyane bana, le nna ha le a nketsetsa sona. “Jwale bana ba tla ya tlhokofatsong e sa feleng, ha ba lokileng ba eya bophelong bo sa feleng.” Yare ha Jesu a qetile dipolelo tsena tsohle, a re ho barutuwa ba hae: “Le a tseba hore kamora matsatsi a mabedi e tla ba Paseka, mme Mora Motho o tla neelwa ho thakgiswa.” Jwale baprista ba baholo le setjhaba ba phuthehela ha Moprista e Moholo ya bitswang Kaiafa, mme ba rera ho tshwara Jesu ka mano le ho mmolaya. Empa ba re: “E se be mohla mokete, esere mohlomong moferefere wa eba teng hara setjhaba.” Jesu ha a le Bethania ha Simone, molepera, mosadi ya nang le pitsana e tletseng setlolo sa bohlokwa, a tla ho yena, mme a se tshela hloohong ya Jesu ha a ntse a eja. Empa barutuwa ba hae ha ba bona hoo ba ipelaetsa, ba re: “Tshenyo ee e etsetswang? Setlolo sena se ka be se rekisitswe tjhelete e ngata, mme ya abelwa mafutsana.” Jesu a elellwa hona, mme a re ho bona: “Le nyahamisetsang mosadi eo pelo, athe o nketseditse ketso e molemo? Mafutsana le na le wona kamehla, athe nna le ke ke la ba le nna kamehla; ka ho tshela setlolo sena hodima mmele wa ka, o lokiseditse ho epelwa ha ka. Ruri ke a le bolella, hohle lefatsheng moo molaetsa ona o molemo o tla phatlalatswa teng, seo a se entseng se tla bolelwa, e be seo a hopolwang ka sona.” Yaba e mong wa ba leshome le metso e mmedi, ya bitswang Judase Isekariota o ya ho baprista ba baholo, o re: “Le tla mphang, ke tle ke le neele yena?” Ba mo lefa ditjhelete tsa silefera tse mashome a mararo. Ho tloha moo a batla monyetla wa ho ba neela yena. Ka letsatsi la pele la mokete wa bohobe bo sa lomoswang, barutuwa ba tla ho Jesu, ba re: “O rata ha re o lokisetsa ho jela Paseka kae?” A re: “Eyang motseng ho motho ya itseng, le re ho yena: Moruti o re nako ya ka e haufi, ke tla jela Paseka ha hao mmoho le barutuwa ba ka. ” Barutuwa ba etsa jwalokaha Jesu a ba laetse, mme ba lokisa Paseka. Mantsiboya a qala ho ja le ba leshome le metso e mmedi. Ha ba ntse ba eja, a re: “Ruri ke a le bolella hore e mong wa lona o tla nkeka.” Ba swaba haholo, mme e mong le e mong a qala ho mmotsa, a re: “Na ke nna, Morena?” A araba, a re: “Ya kentseng letsoho le nna ka sejaneng ke yena ya tla nkeka. Ha e le Mora Motho, o ikela jwalokaha ho ngotswe ka yena, empa ho madimabe motho eo Mora Motho a tla ekwa ke yena. Ho ka be ho bile molemo ho yena hoja a se ke a tswalwa.” Judase, e leng yena ya mo ekang, a bua, a re: “Na ke nna, Moruti?” A re ho yena: “O boletse teng!” Yare ha ba ntse ba eja, Jesu a nka bohobe, a boka, a bo ngwatha, mme a bo nea barutuwa ba hae, a re: “Nkang le je; hona ke mmele wa ka.” A nka senwelo, a leboha, a nto ba nea sona, a re: “Nwelang ho sona bohle, hobane hona ke madi a ka a selekane, a tla tshollelwa ba bangata, a tshollelwa tshwarelo ya dibe. Ke a le bolella, ho tloha jwale ha nka ke ka nwa seno se tswang tholwaneng ya morara ho fihlela letsatsing leo ke tla se nwa le lona Mmusong wa Ntate se le setjha.” Hoba ba bine sefela, ba tswa, ba ya Thabeng ya Mehlwaare. Jwale Jesu a re ho bona: “Ka bosiu bona lona bohle le tla nkwenehela, hobane ho ngotswe, ho thwe: “ Ke tla otla modisa, mme dinku tsa mohlape di tla qhalana. “Empa ha ke se ke tsohile bafung ke tla le etella pele ho ya Galelea.” Petrose a mo araba, a re: “Leha bohle ba ka o kwenehela, nna nke ke ka kweneha le kgale.” Jesu a re ho yena: “Kannete ke a o bolella hore bosiung bona, etlare mokoko o eso lle, o tla be o ntatotse hararo.” Petrose a re ho yena: “Leha eba ke tlameha ho shwa le wena, ha nka ke ka o latola.” Barutuwa bohle le bona ba bua jwalo. Jwale Jesu a ya le bona serapeng se bitswang Gethesemane, mme a re ho barutuwa: “Dulang mona ha ke sa ntse ke eya mane ho rapela.” A tsamaya le Petrose le bara ba babedi ba Sebedea, mme a qala ho swaba le ho tshwenyeha. Yaba o re ho bona: “Moya wa ka o maswabing a maholo, hoo nka shwang; salang mona, le fadimehe le nna.” A ya pejana, a itihela fatshe ka sefahleho, a rapela, a re: “Ntate, haeba ho ka etsahala, senwelo sena a se ke se mphete, empa ho be kamoo ho ratang wena kateng, e seng nna.” A tla ho barutuwa, a fumana ba robetse, mme a re ho Petrose: “Na ebe le sitilwe ho fadimeha le nna hora e le nngwe? Fadimehang, mme le rapele, hore le se kene molekong; moya o mafolofolo, empa mmele o a fokola.” A tloha ho bona kgetlo la bobedi, a ya rapela, a re: “Ntate, haeba senwelo sena se sitwa ho mpheta ke sa se nwe, a ho etswe thato ya hao!” Ha a kgutlela ho bona hape, a fumana ba robetse, hobane mahlo a bona a ne a le boima ke boroko. A tloha hape, a ya rapela kgetlo la boraro, a pheta mantswe wona ane. Jwale a tla ho barutuwa, a re ho bona: “Na le sa ntse le robetse, le phomotse? Bonang, nako e atametse, mme Mora Motho o neelwa matsohong a baetsadibe. Tsohang, a re yeng; ya nkekang ke enwa, o se a atametse.” Yare a sa bua, Judase, e mong wa ba leshome le metso e mmedi, a fihla a ena le letshwelehadi le tshwereng disabole le dikoto, le etswa ho baprista ba baholo le baholo ba setjhaba. Ya ekang Jesu o ne a ba neile pontsho, a re: “Eo ke tla mo aka ke yena; le mo tshware.” A ba sa toba ho Jesu, a re: “E, Moruti!” Yaba o a mo aka. Jesu a re ho yena: “Motswalle, o tletseng moo?” Jwale ba tla ho Jesu, ba mo tshwara. E mong wa ba nang le Jesu a phahamisa letsoho la hae, a hula sabole ya hae, a hlatha mohlanka wa Moprista e Moholo, a mo poma tsebe. Yaba Jesu o re ho yena: “Busetsa sabole ya hao selateng sa yona, hobane bohle ba tshwarang sabole ba tla bolawa ka sabole. Kapa o lekanya hore ke sitwa ho rapela Ntate, a nthomelle hona jwale mabotho a mangeloi a fetang leshome le metso e mmedi? Empa Mangolo a ka phethahala jwang a reng, eka kgona ho be jwalo?” Ka yona nako eo Jesu a re ho matshwele: “Na ebe ke senokwane ha le tlile ho ntshwara ka disabole le dikoto tjee? Ke nnile ka ruta ka Tempeleng ka matsatsi wohle, empa ha le a ka la ntshwara. Empa hona hohle ho etsahetse hore se ngotsweng ke baporofeta se phethahale.” Jwale barutuwa bohle ba mo siya, ba baleha. Yaba ba tshwereng Jesu ba mo isa ho Moprista e Moholo, Kaiafa, moo Ditsebi tsa Molao le baholo ba neng ba phuthehetse teng. Petrose a mo latela a le sebakana ho ya fihla ha Moprista e Moholo, mme hoba a kene, a dula le bahlanka ho bona pheletso. Baprista ba baholo le lekgotla lohle ba batla bopaki ba leshano bo ka tswang Jesu hore ba tle ba mmolaye, empa ha ba a ka ba bo fumana, le hoja dipaki tsa leshano di ile tsa tla ka bongata. Qetellong ha tla tse pedi, tsa re: “Motho enwa o itse: Nka qhaqha Tempele ya Modimo, mme ka e tsosa ka matsatsi a mararo. ” Moprista e Moholo a ema, a re: “Na ha o arabe letho hodima tseo ba o qosang ka tsona?” Empa Jesu a kgutsa. Moprista e Moholo a re ho yena: “Ke re o hlapanye ka Modimo ya phelang, o re bolelle hore na o Kreste, Mora Modimo.” Jesu a re: “Wena o rialo. Empa ke a le bolella, ke re: “Ho tloha jwale le tla bona Mora Motho a dutse letsohong le letona la Ya Matla, mme a etla a le hodima maru a lehodimo.” Yaba Moprista e Moholo o hahola diaparo tsa hae, o re: “O nyefotse, re sa hlokelang dipaki? Jwale le ikutlwetse nyefolo. Le reng?” Ba mo araba, ba re: “O tshwanelwa ke lefu.” Yaba ba mo tshwela ka mathe sefahlehong, ba mo otla ka ditebele, ba bang bona ba mo jabela, ba re: “Re porofetele, Kreste: Ke mang ya o otlileng?” Petrose o ne a dutse kantle, lebaleng; lekgabunyane le leng la tla ho yena, la re: “Le wena o ne o ena le Jesu wa Galelea.” A mo latola pela bohle, a re: “Ha ke tsebe seo o se bolelang.” Yare ha a etswa monyako, lekgabunyane le leng hape la mmona, la re ho ba neng ba le moo: “Enwa o ne a ena le Jesu wa Nasaretha.” A hlapanya, a mo latola hape, a re: “Motho eo ha ke mo tsebe.” Hamoraonyana, ba emeng moo ba tla ho Petrose, ba re: “Kannete le wena o e mong wa bona, hobane le puo ya hao e a o paka.” Ya eba moo a qalang ho rohakana le ho hlapanya, a re: “Motho eo ha ke mo tsebe!” Hanghang mokoko wa lla. Petrose a hopola polelo ya Jesu ha a itse ho yena: “Mokoko o eso lle, o tla be o ntatotse hararo.” A tswela kantle, a lla habohloko. E sa le kameso, baprista le baholo bohle ba setjhaba ba rera ho bolaya Jesu. Ha ba se ba mo tlamile, ba mo kganna, ba ya mo neela mmusisi Pilato. Yare ha Judase, ya ekileng Jesu, a bona hore o se a ahloletswe lefu, a ikwahlaya, a busetsa ditjhelete tsa silefera tse mashome a mararo ho baprista ba baholo, le baholo, a re: “Ke sitilwe ka ho eka madi a se nang molato.” Empa ba re: “Hoo ho re ama kang? Ke tabeng ya hao!” Hoba a akgele ditjhelete tseo ka Tempeleng, a tloha, a ya iphenetha. Baprista ba baholo ba nka ditjhelete tseo, ba re: “Ha ho dumellehe hore di kenngwe polokelong ya ditjhelete tsa Tempele, hobane ke tsa theko ya madi.” Yare hoba ba rere, ba reka tshimo ya sebopi sa dipitsa ka tsona, e tle e be moo ho epelwang baditjhaba teng. Ka baka leo, tshimo eo e bitswa Tshimo ya Madi le kajeno-ya-bokajeno. Yaba ho phethahala ho boletsweng ke moporofeta Jeremia, ha a re: “Ba nka ditjhelete tsa silefera tse mashome a mararo; theko ya ya ileng a beelwa theko, eo ba bang ba bana ba Iseraele ba ileng ba mmeela theko, ba fana ka tsona ho reka tshimo ya sebopi sa dipitsa, jwalokaha Morena a ile a ntaela.” Jwale Jesu a emiswa pela mmusisi; mmusisi a mmotsa, a re: “Na o kgosi ya Bajuda?” Jesu a re: “Wena o rialo.” Ha a ntse a qoswa ke baprista ba baholo le ke baholo, ha a a ka a araba letho. Yaba Pilato o re ho yena: “Na ha o utlwe bopaki bo bokaalekaale boo ba o qosang ka bona?” Empa ha a a ka a mo araba leha e le polelong e le nngwe, hoo mmusisi a bileng a makala ka ho fetisisa. Ka mokete mmusisi o ne a tlwaetse ho lokollela letshwele motshwaruwa e mong, eo le mo ratang. Ka nako eo ba ne ba ena le motshwaruwa ya tumileng ka bokgopo, ya bitswang Barabase. Jwale ha ba phuthehile, Pilato a re ho bona: “Le rata ha ke le lokollela ofe, Barabase kapa Jesu ya bitswang Kreste?” O ne a tseba hore ba neelane ka yena ka baka la mona. Yare a sa dutse setulong sa boahlodi, mohatsa hae a romela ho yena, a re: “O se ke wa ba le taba le motho eo ya lokileng, hobane ke ile ka tshwenyeha habohloko kajeno ha ke lora.” Empa baprista ba baholo le baholo ba hlohlelletsa letshwele hore le kope Barabase, Jesu yena a bolawe. Mmusisi a re ho bona: “Le rata ha ke le lokollela ofe ho bao ba babedi?” Ba re: “Barabase!” Pilato a re ho bona: “Jwale ke etse jwang ka Jesu ya bitswang Kreste?” Bohle ba re: “A thakgiswe!” A re: “Empa o entse bobe bofe?” Ba eketsa ba howa, ba re: “A thakgiswe!” Yare ha Pilato a bona hore ha ho thuse letho, lerata le mpa le eketseha, a nka metsi, a hlapa matsoho pontsheng ya letshwele, a re: “Ha ke na molato mading a motho enwa; ke tabeng ya lona!” Setjhaba sohle sa arabela, sa re: “Madi a hae a botswe rona le bana ba rona!” Jwale a ba lokollela Barabase; hoba a laele hore Jesu a shapuwe, a neelana ka yena hore a thakgiswe. Jwale bahlabani ba mmusisi ba isa Jesu tlung ya bobusisi, ba nto mmokellela lebotho lohle. Ba mo hlobodisa, ba mo apesa kobo e kgubedu, ba loha mofapahlooho ka meutlwa, ba mo rwesa wona, ba mo tshwarisa leqala ka letsoho le letona, ba kgumama pela hae, ba mo soma, ba re: “Ahe! Kgosi ya Bajuda!” Ba mo tshwela ka mathe, ba nka leqala, ba mmata hloohong. Ha ba se ba mo somme, ba mo hlobodisa kobo eo, ba mo apesa diaparo tsa hae, mme ba mo qhoba ho ya mo thakgisa. Yare ha ba etswa, ba teana le monna wa Sirene, ya bitswang Simone; ba mo qobella ho jara sefapano sa Jesu. Ha ba fihlile sebakeng se bitswang Gologotha, e leng ho bolela Sebaka sa Lehata, ba mo nea veine e tswakilweng le nyooko hore a e nwe, empa hoba a e latswe, a hana ho e nwa. Yare hoba ba mo thakgise, ba arolelana diaparo tsa hae ka lotho, ba nto dula moo, ba mo lebela. Kahodimo ho hlooho ya hae ba maneha lengolo le bolelang molato wa hae, le reng: ENWA KE JESU, KGOSI YA BAJUDA. Dinokwane tse pedi tsa thakgiswa le yena, se seng ka letsohong le letona, se seng ka ho le letshehadi. Ba fetang ka tsela ba mo nyefola, ba ntse ba sisinya dihlooho, ba re: “Wena ya qhaqhang Tempele, mme o e tsose ka matsatsi a mararo, ipholose he! Haeba o le Mora wa Modimo, theoha sefapanong!” Ka mokgwa o jwalo le baprista ba baholo, le Ditsebi tsa Molao, le baholo ba mo soma, ba re: “O pholositse ba bang, empa yena o sitwa ho ipholosa; ke kgosi ya Iseraele, ha a ke a theohe sefapanong jwale, mme re tla dumela ho yena. O tshepile Modimo, ha a ke a mo namolele jwale, haeba a mo rata; hobane o itse: Nna ke Mora wa Modimo! ” Ka mokgwa o jwalo le tsona dinokwane tse thakgisitsweng le yena tsa mo hlapaola. Ho tloha ka hora ya leshome le metso e mmedi lefifi la aparela lefatshe lohle ho fihlela ka hora ya boraro. Yare ha e batla e eba hora ya boraro, Jesu a meketsa ka lentswe le phahameng, a re: “Eli, Eli, lema sabakthani?” ke ho re: “Modimo wa ka, Modimo wa ka, o ntahletseng na?” Yare ha ba bang ba neng ba eme moo ba utlwa, ba re: “O bitsa Elia.” E mong wa bona a phakisa a matha, a nka semonyametsi, a se kenya aseneng, a se hloma leqaleng, mme a mo nea hore a nwe. Ba bang bona ba re: “Lesang, re ke re bone hore na Elia o tla mo pholosa.” Jesu a boela a meketsa ka lentswe le phahameng, mme a neela moya. Bonang, lesira la Tempele la taboha ka lehare, ho tloha hodimo ho isa tlase, lefatshe la sisinyeha, mafika a petsoha, mabitla a buleha, ditopo tsa bahalaledi ba bangata ba ithobaletseng tsa tsoha; ba tswa mabitleng kamora tsoho ya Jesu, ba kena motseng o halalelang, ba bonwa ke ba bangata. Yare ha molaodi wa ba lekgolo le ba lebetseng Jesu le yena ba bona tshisinyeho ya lefatshe le tse etsahalang, ba tshoha haholo, ba re: “Kannete enwa e ne e le Mora wa Modimo.” Jwale basadi ba bangata, ba neng ba ile ba latela Jesu ho tloha Galelea, ba ntse ba mo sebeletsa, ba ne ba le teng, ba tadimile ba le thokwana; hara bona ho ena le Maria wa Magadala, Maria mma Jakobo le Josefa, le mohatsa Sebedea. Mantsiboya ha tla monna wa morui ya bitswang Josefa wa Arimathea, eo le yena e neng e le morutuwa wa Jesu. A ya ho Pilato, mme a kopa setopo sa Jesu. Yaba Pilato o laela hore a se newe. Josefa a nka setopo, a se phuthela ka lesela le hlwekileng, a se bea ka lebitleng la hae le letjha leo a neng a le betlile lefikeng, mme hoba a phikolosetse lejwe le leholo monyako wa lebitla, a tloha. Maria wa Magadala le Maria e mong ba ne ba le moo, ba dutse malebana le lebitla. Ka la hosasane, e leng letsatsi le hlahlamang la tlhekelo, baprista ba baholo le Bafarisi ba phuthehela ho Pilato, ba re: “Morena, re hopotse hore mothetsi yane ha a sa phela, o ile a re: Ke tla tsoha kamora matsatsi a mararo. Ka baka leo, ako laele hore lebitla le lebelwe ka thata ho fihlela letsatsi la boraro, esere mohlomong barutuwa ba hae ba tla mo utswa, mme ba re ho setjhaba: O tsohile bafung! Leshano lena la morao le tla ba lebe ho feta la pele.” Pilato a re ho bona: “Nkang balebedi, le yo lebela ka thata jwalokaha le tseba.” Ba ya, ba tiisa lejwe la lebitla ka letshwao la bona, ba siya balebedi ho le lebela ka thata. Ha Sabatha se fetile, ho hlaha mafube a letsatsi le qalang beke, Maria wa Magadala le Maria e mong ba tla ho bona lebitla. Bonang, tshisinyeho e kgolo ya lefatshe ya eba teng, hobane lengeloi la Morena le ne le ile la theoha lehodimong, la fihla, la phikolosa lejwe, mme la dula hodima lona. Sebopeho sa lona se ne se ka lehadima, mme seaparo sa lona se ne se le sesweu jwaloka lehlwa. Balebedi ba thothomela ke ho tshaba, ba eba jwaloka bafu. Lengeloi la re ho basadi: “Lona le se ke la tshoha; ke a tseba hore le batla Jesu ya thakgisitsweng. Ha a yo mona, hobane o tsohile, jwalokaha a ne a bolele. Tloong, le bone sebaka seo a neng a le ho sona. Le phakise le yo bolella barutuwa ba hae, le re: O tsohile bafung, mme o le etella pele ho ya Galelea; le tla mmona teng. Jwale ke le boleletse.” Ba tloha kapele lebitleng, ka tshabo le ka thabo e kgolo, ba matha ho ya tsebisa barutuwa ba hae. Jesu a teana le bona, a re: “Dumelang!” Ba atamela, mme ba mo tshwara maoto, ba mo kgumamela. Yaba Jesu o re ho bona: “Se tshabeng, eyang le tsebise bana beso hore ba ye Galelea, mme ba tla mpona teng.” Ha basadi ba ntse ba eya, ba bang ba balebedi ba ya motseng, mme ba tsebisa baprista ba baholo tsohle tse etsahetseng. Ba phutheha le baholo, mme ha ba se ba rerisane, ba nea bahlabani tjhelete e ngata, ba re: “Le tle le re: Barutuwa ba hae ba ile ba tla bosiu, mme ba mo utswa ha re ntse re robetse. Haeba taba ena e ka fihla ditsebeng tsa mmusisi re tla mo kgodisa, hore a se ke a le kgathatsa.” Bahlabani ba amohela tjhelete, mme ba etsa kamoo ba lailweng kateng. Polelo ena ya tumiswa hara Bajuda ho fihlela kajeno-ya-bokajeno. Barutuwa ba leshome le motso o mong ba ya Galelea, thabeng eo Jesu a neng a ba laetse ho ya ho yona. Ha ba mmona, ba mo kgumamela, empa ba bang ba belaela. Jesu a atamela, a bua le bona, a re: “Ke neilwe matla wohle lehodimong le lefatsheng. Eyang ke hona le ditjhaba tsohle, le di etse barutuwa, le ba kolobetse ka lebitso la Ntate, le la Mora, le la Moya o Halalelang, le ba rute ho boloka tsohle tseo ke le laetseng tsona. Bonang, ke na le lona kamehla yohle ho isa bofelong ba lefatshe.” Qaleho ya molaetsa o molemo wa Jesu Kreste, Mora wa Modimo. Ho ngotswe bukeng ya moporofeta Esaya, ho thwe: “Ke romela leqosa la ka ke leo, le tla o etella pele, le o lokisetse tsela. Lentswe la ya howang feelleng, le re: Lokisang mmila wa Morena, le otlolle ditsela tsa hae! ” Ha fihla Johanne a kolobeletsa feelleng, a phatlalatsa tsa kolobetso ya pako e isang tshwarelong ya dibe. Ba naha yohle ya Judea le baahi bohle ba Jerusalema ba ya ho yena, mme a ba kolobeletsa nokeng ya Jorodane ba ntse ba ipolela dibe tsa bona. Johanne o ne a apara seaparo sa boya ba kamele, a itlamme ka leqhama la letlalo thekeng, a eja ditsie le mahe a dinotshi tsa naha. A phatlalatsa, a re: “Kamora ka ho tla e mong ya matla ho mpheta, eo ke sa tshwanelang le ho inama ke lokolla maqhwele a meqathatso ya hae. Ke le kolobeditse ka metsi, empa yena o tla le kolobetsa ka Moya o Halalelang.” Mehleng yona eo Jesu a fihla, a etswa Nasaretha e Galelea, mme a kolobeletswa nokeng ya Jorodane ke Johanne. Hanghang ha a etswa metsing a bona mahodimo a buleha, le Moya o theohela hodima hae e ka leeba, mme lentswe le tswang mahodimong la re: “O Mora wa ka eo ke mo ratang, ya nkgahlang.” Yaba Moya o mo kgannela feelleng, mme a hlola feelleng matsatsi a mashome a mane a le hara dibatana, a ntse a lekwa ke Satane, mme mangeloi a mo sebeletsa. Yare hoba Johanne a tshwarwe, Jesu a fihla Galelea, a phatlalatsa molaetsa o molemo wa Modimo, a re: “Nako e fihlile, Mmuso wa Modimo o atametse; bakang, mme le dumele molaetsa o molemo.” Yare ha a sika le letsha la Galelea, a bona Simone le Andrease, ngwanabo Simone, ba akgela letlowa la bona lewatleng, hobane e ne e le batshwasi ba ditlhapi. Jesu a re ho bona: “Ntshaleng morao, mme ke tla le etsa batshwasi ba batho.” Hanghang ba tlohela matlowa a bona, ba mo latela. Yare hoba a tsamaye sebakana, a bona Jakobo, mora wa Sebedea, le Johanne ngwanabo, le bona ba le ka sekepeng ba ntse ba lokisa matlowa. Yaba o a ba bitsa; ba tlohela ntata bona Sebedea le bahiruwa ka sekepeng, ba mo sala morao. Ba fihla Kaperenauma. Ka Sabatha Jesu a kena ka tlung ya thapelo, a ruta. Batho ba hlollwa ke thuto ya hae, hobane o ne a ba ruta jwaloka ya nang le matla, e seng jwaloka Ditsebi tsa Molao. Nakong eo, ka tlung ya bona ya thapelo, ho ne ho le teng motho ya nang le moya o ditshila, mme a bokolla, a re: “O re kene kang, Jesu wa Nasaretha? Na o tlilo re timetsa? Ke a tseba hore na o mang: O Ya Halalelang wa Modimo!” Jesu a o kgalemela, a re: “Thola! Tswa ho yena!” Yare hoba moya o ditshila o mo idibanye habohloko, o bokolle haholo, wa tswa ho yena. Batho bohle ba hlollwa, hoo ba ileng ba botsana, ba re: “Hoo ke eng? Ke thuto e ntjha e nang le matla! O laela le meya e ditshila, mme e a mo mamela!” Hanghang botumo ba hae ba phatlalla hohle naheng ya Galelea. Yaba ba tswa ka tlung ya thapelo, ba kena ka tlung ya bo-Simone le Andrease ba ena le Jakobo le Johanne. Mohwehadi wa Simone o ne a le diphateng, a tshwerwe ke feberu, mme ba tsebisa Jesu. Jesu a ya ho yena, a mo tshwara ka letsoho, a mo emisa, yaba feberu e a mo tlohela, mme a ba sebeletsa. Mantsiboya, ha letsatsi le se le diketse, ha tliswa ho yena bohle ba kulang, le ba nang le bademona, mme motse wohle wa bokana monyako. A fodisa ba bangata ba neng ba jewa ke mafu a mefutafuta, a leleka bademona ba bangata, empa a se ke a dumella bademona ho bua, hobane ba ne ba tseba hore na ke mang. Yare e sa le ka madungwadungwana, Jesu a tsoha, a tswa, a ya nahathothe, a rapella teng. Simone le ba neng ba ena le yena ba mmatla; ba mo fumana, mme ba re ho yena: “Bohle ba ntse ba o batla.” A re ho bona: “A re yeng nqe nngwe metseng e ka mathoko, e le hore le teng ke tle ke rute, hobane ke seo ke se tletseng.” A potoloha le Galelea yohle, a ntse a ruta matlung a bona a thapelo, a leleka bademona. Molepera a tla ho yena, a kgumama, a mo rapela, a re ho yena: “Ha o rata, o ka ntlhwekisa.” Jesu a mo utlwela bohloko, a otlolla letsoho, a mo ama, a re ho yena: “Ke a rata; hlweka!” Hanghang lepera la mo tlohela, mme a hlweka. Jesu a mo laya ka thata, a nto re a tlohe hanghang, mme a re ho yena: “Hlokomela, o se re letho ho motho; o mpe o yo itlhahisa ho moprista, o ntshe nyehelo e laetsweng ke Moshe hobane o hlwekile, e be bopaki ho bona.” Empa yena, hoba a tswe moo, a tsamaya a boledisa, mme a hasanya taba eo, hoo Jesu a bileng a sitwa ho kena motseng a bonwa, a hlola nahathothe, mme batho ba tla ho yena ba etswa kahohle. Hoba Jesu a kgutlele Kaperenauma kamora matsatsinyana, ha utlwahala hore o teng hae. Ha bokana batho ba bangata, hoo ho ileng ha hlokahala sebaka sa ho ema, leha e le monyako feela, mme a ba ruta lentswe. Ba mo tlisetsa motho ya shweleng ditho, a nkilwe ke banna ba bane, mme kaha ba ne ba sitwa ho mo tlisa pela hae ka baka la letshwele, ba phunya marulelo a ntlo malebana le moo Jesu a neng a le teng. Ha ba se ba a phuntse, ba lepeletsa diphate tseo motho ya shweleng ditho a robetseng ho tsona. Jesu ha a bona tumelo ya bona, a re ho ya shweleng ditho: “Ngwana ka, o tshwaretswe dibe tsa hao.” Ho ne ho ena le Ditsebi tsa Molao tse neng di dutse moo, mme tsa ipotsa, tsa re: “Ke ka baka lang motho eo a buang tjee? O a nyefola! Ke mang ya ka tshwarelang dibe haese Modimo feela?” Hanghang Jesu ha a tseba ka moyeng wa hae hore ba ipotsa jwalo, a re ho bona: “Ke ka baka lang le ipotsang tjee? Ho bonolo ke hofe, ho re ho ya shweleng ditho: O tshwaretswe dibe tsa hao, kapa ho re: Tsoha, o nke diphate tsa hao, o tsamaye?>*** Jwale hore le tle le tsebe hore Mora Motho o na le matla a ho tshwarela dibe lefatsheng,” a re ho ya shweleng ditho, “ke re ho wena: Tsoha, o nke diphate tsa hao, mme o ye hae.” Hanghang a tsoha, a nka diphate tsa hae, a tswa, bohle ba mo tadimile, hoo ba ileng ba hlollwa haholo, mme ba tlotlisa Modimo, ba re: “Ha re eso bone ntho e tjena!” Jesu a boela a ya lebopong la letsha; letshwele lohle la tla ho yena, mme a le ruta. Yare ha a feta a bona Levi, mora wa Alefiose, a dutse tlung ya lekgetho, mme a re ho yena: “Ntatele!” A ema, mme a mo latela. Ha a le dijong ha Levi, balekgetho le baetsadibe ba bangata ba ne ba mo latetse. Ditsebi tsa Molao, tseo e neng e le Bafarisi, ha di bona hore o ja le baetsadibe le balekgetho, tsa re ho barutuwa ba hae: “Ke ka baka lang ha a eja le balekgetho le baetsadibe?” Jesu ha a utlwa, a re ho tsona: “Ba hlokang ngaka ke ba kulang, e seng ba phelang hantle. Ke tlile ho bitsa baetsadibe, e seng ba lokileng.” Barutuwa ba Johanne le Bafarisi ba ne ba itima dijo. Batho ba tla, mme ba re ho Jesu: “Ke ka baka lang ha barutuwa ba Johanne le ba Bafarisi ba itima dijo, empa barutuwa ba hao ba sa itime?” Jesu a re ho bona: “Na baetsana ba ka itima dijo ha monyadi a ntse a ena le bona? Ha monyadi a ntse a ena le bona ba ke ke ba itima dijo. Ho tla tla matsatsi ao ka wona monyadi a tla tloswa ho bona, mme mohlang oo ba tla itima dijo. “Ha ho motho ya rokellang setsiba sa lesela le letjha seaparong sa kgale; esere setsiba se setjha sa nathola seaparo sa kgale, mme sa eketsa ho taboha. Ha ho motho ya tshelang veine e ntjha makukeng a kgale; esere veine ya phatlola makuka, mme veine le makuka tsa senyeha. Empa veine e ntjha e tshwelwa makukeng a matjha!” Ka letsatsi le leng la Sabatha Jesu a feta hara masimo a koro, mme barutuwa ba hae ba qala ho kga matshohlo ha ba ntse ba tsamaya. Bafarisi ba re ho yena: “Bona, ke ka baka lang ha ba etsa se sa dumellwang ka letsatsi la Sabatha?” A re ho bona: “Na ha le eso ka le bala seo Davida a neng a se etse, mmoho le bao a neng a ena le bona, ha ba lapile, mme ba hloka se jewang; kamoo a neng a kene ka Tlung ya Modimo kateng, mehleng ya Moprista e Moholo Abiatare, a ja bohobe bo halalelang e leng boo a neng a sa dumellwa ho bo ja, bo jewa ke baprista feela, a ba a fa le bao a neng a ena le bona?” A re ho bona: “Sabatha se entswe ka baka la motho, e seng motho ka baka la Sabatha. Ka baka leo, Mora Motho ke Morena, esita le wa Sabatha.” Jesu a boela a kena ka tlung ya thapelo. Motho ya shweleng letsoho o na le teng moo. Batho ba mo tlisa, ho bona hore na o tla mo fodisa ka Sabatha, ba tle ba mo qose. A re ho motho ya shweleng letsoho: “Tloo, o eme mona!” Yaba o re ho bona: “Na ho a dumelleha ho etsa botle kapa bobe ka Sabatha, ho pholosa motho kapa ho mmolaya?” Empa ba kgutsa. A ba ya ka mahlo a halefile, a utlwisitswe bohloko ke bothata ba dipelo tsa bona, a re ho motho eo: “Otlolla letsoho!” A le otlolla, mme letsoho la hae la fola. Bafarisi ba tswa, mme hanghang ba rera le balatedi ba Heroda kamoo ba ka bolayang Jesu kateng. Jesu a ya letsheng le barutuwa ba hae, mme letshwelehadi le tswang Galelea le Judea la mo latela; le le tswang Jerusalema, le Idumea, le mose ho Jorodane, le dibakeng tsa Tire le Sidone, ha le utlwa tsohle tseo a di etsang, la tla ho yena. Ka baka la letshwele a laela barutuwa ba hae hore sekepe se be haufi le yena, esere mohlomong la mo petetsa, hobane o ne a fodisitse ba bangata hoo bohle ba nang le mafu ba ileng ba mo kgobokanela hore ba mo ame. Le meya e ditshila ha e mmona e ne e itihela kapele ho yena, e howe haholo, e re: “O Mora wa Modimo!” Empa a e laya ka thata hore e se ke ya etsa hore a tsejwe. Jesu a nyolohela thabeng, a bitsa bao a ba batlang, mme ba tla ho yena. A hlomamisa ba leshome le metso e mmedi bao a ileng a ba bitsa baapostola hore ba be le yena, a tle a ba rome ho ruta, mme ba be le matla a ho leleka bademona. A hlomamisa ba leshome le metso e mmedi, e leng: Simone eo a ileng a mo rea lebitso la Petrose, le Jakobo mora wa Sebedea, le Johanne ngwanabo Jakobo, bao a ileng a ba rea lebitso la Boaneregese, e leng ho re: Bara ba Letolo, le Andrease, le Filipi, le Baretholome, le Matheu, le Thomase, le Jakobo, mora wa Alefiose, le Thadaose, le Simone Motjhesehi, le Judase Isekariota, ya bileng a eka Jesu. Jesu a kena ka tlung, mme letshwele la boela la ba bokanela hoo ba bileng ba sitwa le ho ja. Ha ba habo ba utlwa hona, ba ya ho ya mo tshwara, hobane ba ne ba re ha a sa nka hantle. Ditsebi tsa Molao tse neng di etswa Jerusalema, tsa re: “O na le Beele-Sebule, mme o leleka bademona ka matla a morena wa bademona!” Yaba o ba bitsetsa ho yena, mme a re ho bona ka ditshwantsho: “Satane a ka leleka Satane jwang? Haeba mmuso o ikarola ho itwantsha, mmuso oo o ke ke wa tiya. Haeba lelapa le ikarola ho itwantsha, lelapa leo le ke ke la tiya. Haeba Satane a itsohela matla ho itwantsha, mme a ikarotse, a ke ke a tiya, mme hoo ke ho fela ha hae. “Empa ha ho motho ya ka kenang ka tlung ya seqhobane a hapa thepa ya sona, haeba a sa tlama seqhobane seo pele, e be hona a hapang thepa yohle ya ntlo. “Kannete ke le bolella hore bana ba batho ba tla tshwarelwa dibe tsohle le dinyefolo tsohle tseo ba di buang, empa mang kapa mang ya nyefolang Moya o Halalelang a ke ke a tshwarelwa ho isa kgale; o molato wa sebe se sa feleng,” hobane ba ne ba itse: “O na le moya o ditshila.” Yaba mma Jesu le bana babo Jesu ba a fihla; ba ema kantle, ba mo laetsa hore a tle ho bona. Letshwele le ne le mo potapotile, mme la re ho yena: “Mmao le bana beno ke bana, ba teng kantle, ba a o batla.” A araba, a re: “Mme ke mang? Bana beso ke bo-mang?” Ba mo etseditseng sakanalankope a ba ya ka mahlo, a re: “Mme le bana beso ke bana! Mang kapa mang ya etsang thato ya Modimo ke yena eo e leng ngwaneso, le kgaitsedi, le mme.” Jesu a boela a qala ho ruta a le pela letsha. Letshwelehadi la mmokanela hoo a bileng a kena ka sekepeng se letsheng, a dula teng, letshwele lohle le le lebopong la letsha. A ba ruta ditaba tse ngata ka ditshwantsho, mme thutong ya hae a re ho bona: “Mamelang! Mojadi o ile a tswa ho ya jala. Yare ha a ntse a jala, peo e nngwe ya wela ka tseleng, mme dinonyana tsa tla, tsa e ja. E nngwe ya wela mokurutlaneng, moo ho se nang mobu o mongata; ya phakisa ya mela, hobane mobu o ne o sa teba. Yare ha letsatsi le tjhaba la e tjhesa, ya omella, hobane metso e ne e sa teba. E nngwe ya wela hara meutlwa, mme meutlwa ya hola, ya e bipetsa, ya se ke ya beha. Empa peo e nngwe ya wela mobung o motle, ya mela, ya hola, ya beha, e nngwe tse mashome a mararo, e nngwe tse mashome a tsheletseng, e nngwe tse lekgolo.” Yaba o re: “Ya nang le ditsebe ho utlwa, a utlwe!” Yare ha a le inotshi, ba neng ba ena le yena, mmoho le ba leshome le metso e mmedi, ba mmotsa tsa ditshwantsho tsena. A re ho bona: “Lona le senoletswe sephiri sa Mmuso wa Modimo, empa ho ba kathoko, tsohle di tla ka ditshwantsho, e le hore ba tle “ ba tadimisie, empa ba sitwe ho bona, ba mamedisise, empa ba sitwe ho utlwa, esere ba tshoha ba baka, mme ba tshwarelwa. ” Yaba o re ho bona: “Na ha le utlwisise setshwantsho see? Ekaba ditshwantsho tsohle le tla di utlwisisa jwang? Mojadi o jala lentswe. Peo e ka tseleng ke bao lentswe le jalwang ho bona, empa ere hoba ba le utlwe, ebe hanghang Satane o a tla, o tlosa lentswe le jetsweng ho bona. Peo e jetsweng mokurutlaneng ke bao ereng ha ba utlwa lentswe, ba phakise ba le amohele ka thabo, empa ha ba na metso ka ho bona, ke batho ba mamellang ka nakwana, mme ha ho hlaha matshwenyeho kapa ditlhoriso ka baka la lentswe, ba phakisa ho kweneha. Peo e nngwe e jetsweng meutlweng, ke ba utlwang lentswe, empa dikgathatso tsa mehla ya jwale, le thetso ya maruo, le ditakatso tsa dintho tse ding, di ye di tle di bipetse lentswe, le nyope. “Peo e jetsweng mobung o motle ke ba utlwang lentswe, ba le amohele, mme ba behe, ba bang tse mashome a mararo, ba bang tse mashome a tsheletseng, ba bang tse lekgolo.” Jesu a re ho bona: “Na lebone le ye le tlisetswe ho tla kwahelwa ka nkgo kapa ho bewa tlasa bethe, e seng ho tla bewa sedulwaneng sa lona? Ha ho letho le patilweng le ke keng la hlahela, kapa le sephiri se ke keng sa pepeswa. Haeba motho a ena le ditsebe ho utlwa, a utlwe!” A boela a re ho bona: “Hlokomelang seo le se utlwang. Tekanyo eo le lekanyang ka yona le tla lekanyetswa ka yona, mme le be le ekeletswe, hobane ya nang le letho o tla ekeletswa, empa ya se nang letho o tla amohuwa le seo a nang le sona.” Yaba Jesu o re: “Mmuso wa Modimo o jwalokaha motho a jala peo tshimong; ebe o a robala, a tsohe, bosiu le motsheare, peo e mele, e hole, yena a sa tsebe na e mela jwang. Mobu ka bowona o medisa dijalo: pele ke lekgaba, e be qwapi, e tlo ba matshohlo. Ha koro e butswitse, o e hela hanghang, hobane nako ya kotulo e fihlile.” Jesu a re: “Mmuso wa Modimo re ka o tshwantsha jwang? Re ka o hlalosa ka setshwantsho sefe? O jwaloka tlhaku ya mosetareta, e leng e nyenyane ho feta ditlhaku tsohle ha e jalwa mobung. Empa ha e se e jadilwe e a mela, e be kgolo ho feta ditlama tsohle; e etse makala a maholo, hoo dinonyana tse fofang di ka tsebang ho ahela moriting wa wona.” A ba ruta lentswe ka ditshwantsho tse ngata tse kang sena, ho ya kamoo ba neng ba ka utlwisisa kateng. O ne a sa ke be a bue le bona haese ka setshwantsho, empa lekunutung o ne a hlalosetsa barutuwa ba hae tsohle. Mantsiboyeng a letsatsi lona leo, Jesu a re ho bona: “A re tsheleleng ka mose wane.” Ba tloha hara letshwele, ba ya le yena ka sekepe seo a neng a ntse a le ka ho sona, mme a felehetswa ke dikepe tse ding. Sefefo se matla sa tsoha, maqhubu a phuthumetsehela ka sekepeng, hoo se batlileng se tlala. Jesu o na le karolong e kamorao ya sekepe, a kgalehile mosamong. Ba mo tsosa, ba re ho yena: “Moruti! Na ha o tsotelle ha re timela?” A tsoha, a kgalemela moya, a re ho letsha: “Didimala! Kgutsa!” Moya wa teba, mme ha kgutsa tu! A re ho bona: “Le boi keng? Na ha le eso be le tumelo?” Ba tshoha haholo, mme ba botsana, ba re: “Ekaba motho eo ke mang, ya mamelwang ke moya le ke letsha?” Yaba ba fihla ka mose wane ho letsha, naheng ya Bagerasa. Yare ha a etswa ka sekepeng, a re ptjangptjang le monna ya nang le moya o ditshila, a etswa hara mabitla, moo a neng a phela teng, mme ho ne ho se ya ka hlolang a mo tlama le ka ketane, hobane o ne a hlola a tlangwa ka mahlaahlela le ka diketane, ebe diketane o a di ngamolla, mahlaahlela a a kgaole dikotwana. Ho ne ho se ya ka mo hlolang ka matla. Kamehla, bosiu le motsheare, o ne a howa a le hara mabitla le dithabeng, mme a itsheha ka majwe. Yare ha a bona Jesu a sa le hole, a matha, a fihla, a mo kgumamela. A howa ka lentswe le phahameng, a re: “O nkene kang, Jesu, Mora wa Modimo ya hodimodimo? Ke o rapela ka lebitso la Modimo hore o se ke wa ntlhokofatsa.” Jesu o ne a itse ho yena: “Tswa mothong eo, wena moya o ditshila!” Jesu a mmotsa, a re: “Lebitso la hao o mang?” A re ho yena: “Lebitso la ka ke Lebotho, hobane re bangata.” A mo rapela ka matla hore a se ke a ba leleka naheng eo. Ho ne ho ena le mohlapehadi wa dikolobe o neng o fula mosikong wa thaba. Meya e ditshila ya mo kopa, ya re: “Re romele dikolobeng, e le hore re kene ka ho tsona.” A e dumella, yaba meya e ditshila e a tswa, e kena ka dikolobeng. Mohlape oo, o neng o ka etsa dikete tse pedi, wa tsubella selomong, wa itihela letsheng, mme wa kgangwa ke metsi. Badisa ba dikolobe ba baleha ho ya beha ditaba tsena motseng le metsaneng, mme batho ba tla ho tla bona se etsahetseng. Ba tla ho Jesu, mme ba bona monna ya neng a ena le lebotho la bademona a dutse, a apere, kelello ya hae e tsitsitse hantle, mme ba tshoha. Ba boneng ba ba bolella se etsahetseng ho ya neng a ena le modemona le ka dikolobe. Yaba ba qala ho rapela Jesu hore a tswe naheng ya bona. Yare ha a kena ka sekepeng, monna ya neng a ena le modemona a kopa hore a tsamaye le yena. Jesu a se ke a mo dumella, a mpa a re ho yena: “Eya hae, ho ba heno, o ba bolelle tsohle tseo Morena a o etseditseng tsona, ka ho o utlwela bohloko.” Yaba o a ikela, mme a phatlalletsa baahi ba Dekapolese dintho tseo Jesu a mo etseditseng tsona, mme batho bohle ba makala. Hoba Jesu a tshelele hape mose wane ka sekepe, letshwelehadi la mmokanela a le pela letsha. E mong wa baokamedi ba ntlo ya thapelo, ya bitswang Jairuse, a fihla, mme ha a mmona a itihela maotong a hae, a mo rapela haholo, a re: “Moradi wa ka o lekgatheng la ho shwa; ako tle, o mmee matsoho, hore a tle a fole, mme a phele.” Yaba Jesu o ya le yena. A latelwa ke letshwelehadi, le neng le penyane ho yena. Ho ne ho ena le mosadi ya qetileng dilemo tse leshome le metso e mmedi lehatlelo la hae le sa kgaotse, ya neng a sotlilwe haholo ke dingaka, a sentse tsohle tseo a neng a ena le tsona, empa a sa fumana thuso, bohloko bo ntse bo tota. O ne a utlwile tsa Jesu; yaba o tla kamora hae hara letshwele, mme a ama seaparo sa hae. O ne a re: “Leha nka ama diaparo tsa hae feela, ke tla fola.” Hanghang lehatlelo la hae la kgaotsa, mme a ikutlwa hore bohloko ba hae bo fodile. Yare ha Jesu a hlokomela hore matla a tswile ho yena, a retelehela ho letshwele, a re: “Ke mang ya amileng diaparo tsa ka?” Barutuwa ba hae ba re ho yena: “O a bona hore letshwele le penyane hodima hao, empa o re: Ke mang ya nkamileng? ” A thalatsa ka mahlo ho bona ya entseng jwalo. Empa mosadi, ka ho tseba se etsahetseng ho yena, a tla ka tshabo le ka thothomelo, a itihela kapele ho yena, mme a mmolella nnete yohle. Yaba o re ho yena: “Moradi, tumelo ya hao e o fodisitse; tsamaya ka kgotso, bohloko ba hao bo fole.” Yare a sa ntsane a bua, ha fihla ba tswang lapeng la mookamedi wa ntlo ya thapelo, ba re: “Moradi wa hao o shwele; o sa kgathaletsang moruti?” Empa Jesu ha a utlwa se bolelwang, a re ho mookamedi wa ntlo ya thapelo: “Se tshabe; dumela feela.” A se ke a dumella motho ho mo felehetsa, haese Petrose, le Jakobo, le Johanne ngwanabo Jakobo. Ba fihla tlung ya mookamedi wa ntlo ya thapelo, mme a fumana ho le lerata, batho ba lla, ba bokolla haholo. Ha a kena a re ho bona: “Keng ha le tlatsa lerata, le lla? Ngwana ha a ya shwa, o mpa a robetse!” Ba mo ja ditsheho. Yare hoba a ntshetse batho bohle kantle, a nka ntata ngwana le mmae, le bao a nang le bona, a kena le bona kamoo ngwana a leng kateng. Yaba o mo tshwara ka letsoho, o re ho yena: “Talitha, kumi!” e leng ho re: “Ngwanana, ke re ho wena: Tsoha!” Hanghang ngwanana a ema, a tsamaya. O ne a le dilemo tse leshome le metso e mmedi. Kapelepele ba hlollwa ho qeta. A ba laya ka thata hore ho se be motho ya tsebang hona, yaba o re ba fe ngwanana seo a ka se jang. Jesu a tloha moo, a fihla motseng wa habo, mme barutuwa ba hae ba mo latela. Ha Sabatha se fihlile, a qala ho ruta ka tlung ya thapelo, mme ha bongata bo utlwa, ba hlollwa, ba re: “Dintho tsee, eo o di nka kae? Bohlale boo a bo filweng ke bo jwang? O etsa diketso tse matla hakaakang ka matsoho a hae! Na eo hase mmetli wa mapolanka, mora Maria, le ngwanabo Jakobo, le Joseta, le Juda le Simone na? Na dikgaitsedi tsa hae ha di hara rona moo?” Ba kgopiseha ke yena. Jesu a re ho bona: “Moporofeta o hlomphuwa hohle haese motseng wa habo hara bang ka yena, le tlung yabo feela.” A sitwa ho etsa ketso e matla leha e le nngwe moo, haese ho bea bakudi ba seng bakae matsoho, a ba fodisa. A makalla ho se dumele ha batho ba teng. A potoloha le metsana a ntse a ruta. Yaba o bitsa ba leshome le metso e mmedi, a qala ho ba roma ka bobedi, a ba nea matla hodima meya e ditshila. A ba laela hore ba se ke ba nka letho ha ba eta haese lere feela, ho se be bohobe, kapa mokotlana, leha e le tjhelete ya lethose dipatjheng tsa bona; ba rwale meqathatso, ba se ke ba apara diaparo tse pedi. A re ho bona: “Kae le kae moo le kenang ka tlung le hlole teng ho fihlela le tloha. Ha le etswa sebakeng sefe kapa sefe seo ba sa le amoheleng ho sona, le ho le mamela, le hlohlore lerole maotong a lona, e be bopaki bo ba qosang.” Hoba ba ye, ba ruta batho hore ba bake; ba leleka bademona ba bangata, mme ba tlotsa bakudi ba bangata ka ole, ba ba fodisa. Kgosi Heroda a utlwa tsena, hobane lebitso la Jesu le ne le tumile. Ho ne ho thwe Johanne Mokolobetsi o tsohile bafung, ka baka leo, matla a hlollang a sebetsa ka yena. Ba bang ba ne ba re ke Elia; ba bang bona ba re ke moporofeta ya jwaloka e mong wa baporofeta. Empa Heroda ha a utlwa, a re: “Johanne eo ke mo kgaotseng hlooho, o tsohile bafung.” Heroda o ne a ile a tshwara Johanne, a mo hlahlela tjhankaneng ka baka la Herodiase mosadi wa moenae Filipi, eo Heroda a neng a mo nyetse. Johanne o ne a ile a re ho Heroda: “Ha ho dumellwe hore o nyale mosadi wa ngwaneno.” Herodiase o ne a qophile Johanne, mme a rata ho mmolaya, a mpa a sitwa. Heroda o ne a tshaba Johanne ka ho tsebe hore ke monna ya lokileng, ya halalelang, mme a mo sireletsa. Ha a mo utlwa o ne a tsieleha haholo, le hoja a ne a thabela ho mo utlwa. Nako e lokelang ya fihla, ha Heroda a etsetsa matona a hae, le balaodi ba hae ba mabotho, le batho ba ka sehloohong ba Galelea mokete wa kgopotso ya tswalo ya hae. Hoba moradi wa Herodiase a kene, a etsa motjeko, a kgahlisa Heroda le ba leng dijong le yena. Kgosi ya re ho ngwanana eo: “Nkope eng kapa eng eo o e ratang, mme ke tla o fa yona.” Yaba o a mo hlapanyetsa, o re: “Ke tla o fa eng kapa eng eo o tla nkopa yona, leha e ka ba halofo ya mmuso wa ka.” Ngwanana a tswa, a re ho mmae: “Ke kope eng?” Mmae a re: “Hlooho ya Johanne Mokolobetsi.” Ngwanana a kena ka ho kgosi ka potlako, a kopa, a re: “Ke rata hore hona jwale o mphe hlooho ya Johanne Mokolobetsi ka mokeke.” Kgosi ya swaba haholo, empa ka baka la kano ya yona, le ka baka la ba leng dijong, ya tshaba ho mo hanela. Kgosi ya roma mmolai, ya mo laela ho tlisa hlooho ya Johanne. Mmolai a ya, a mo kgaola hlooho tjhankaneng, a tlisa hlooho eo ka mokeke, a e fa ngwanana, mme ngwanana a e fa mmae. Ha barutuwa ba Johanne ba utlwa hona, ba tla, ba nka setopo sa hae, ba se epela lebitleng. Baapostola ba phuthehela ho Jesu, ba mo tsebisa tsohle tseo ba di entseng, le tseo ba di rutileng. A re ho bona: “Tloong, re yeng nahathothe moo ho leng ngwese, le phomole hanyenyane,” hobane ba tlang le ba tlohang ba ne ba le bangata, mme ba hloka le sebaka sa ho ja. Ba kena ka sekepeng, ba ya nahathothe boinotshing. Bongata ba ba bona ha ba tloha, mme ba ba tseba, yaba batho ba mathela teng hammoho, ba etswa metseng yohle, ba ba fihlela pele. Jesu ha a etswa ka sekepeng, a bona letshwelehadi, a le utlwela bohloko, hobane le ne le le jwaloka dinku tse hlokang modisa, mme a qala ho le ruta ditaba tse ngata. Ha letsatsi le se le ile, barutuwa ba hae ba tla ho yena, ba re: “Mona ke nahathothe, mme letsatsi le se le ile; lokolla batho, ba tle ba yo ithekela seo ba ka se jang metseng le metsaneng e re teetseng hare.” Empa a ba araba, a re: “Ba fepeng e le lona!” Ba re ho yena: “Na re ka ya reka bohobe ka didenare tse makgolo a mabedi, ra ba fepa na?” Yena a re ho bona: “Le na le dinkgwa tse kae? Eyang, le bone!” Ha ba se ba fumane, ba re: “Di hlano, le ditlhapi tse pedi.” A laela barutuwa hore ba dudise batho kaofela ka dihlophahlopha jwanng bo botalana. Ba dula ka maqulwaqulwana a ba lekgolo, le ba mashome a mahlano. A nka dinkgwa tse hlano le ditlhapi tse pedi, a lelalla lehodimong, a boka, a ngwatha bohobe, a bo nea barutuwa ba hae, hore ba abele batho, le ditlhapi tse pedi a di arolela bohle. Bohle ba eja, ba kgora, yaba ho bokellwa makumane le marathana a ditlhapi a ileng a tlatsa diroto tse leshome le metso e mmedi. Ba jeleng bohobe e ne e le banna ba kete tse hlano. Kapelepele Jesu a laela barutuwa ba hae ho kena ka sekepeng, ho mo etella pele ho ya mose Bethesaida, ha yena a ntse a qhala letshwele. Hoba a ba dumedise, a ya thabeng ho rapela. Mantsiboya, sekepe se ne se le bohareng ba letsha, yena a le nnotshi lebopong. A bona hore ba soka haboima, hobane ba ne ba tobane le moya. Ha e batla e eba kameso, a ya ho bona a tsamaya hodima letsha, a ilo ba feta. Empa ha ba mmona a tsamaya hodima letsha, ba hopola hore ke sethotsela, mme ba bokolla, hobane ba ne ba mmona bohle, mme ba tshoha. Empa a phakisa a bua le bona, a re: “Kgobang matshwafo, ke nna; se tshabeng!” A kena ho bona ka sekepeng, mme moya wa teba; ba hlollwa ka ho fetisisa, hobane ba ne ba sa ka ba utlwisisa taba ya dinkgwa, pelo tsa bona di thatafetse. Hoba ba tshele, ba fihla lebopong la Genesareta, mme ba emisa teng. Hoba ba tswe ka sekepeng, batho ba tseba Jesu hanghang, ba matha sebakeng seo sohle, mme ba qala ho mo tlisetsa ba kulang ka diphate hohle moo ba utlwelang hore o hona teng. Kae le kae moo a neng a kena metseng le metsaneng le hohle, ba bea bakudi mabaleng a metse, ba mo rapela hore a ba dumelle ho ama leha e le qola ya seaparo sa hae feela, mme bohle ba mo amileng ba fola. Bafarisi le Ditsebi tse ding tsa Molao tse tswang Jerusalema ba phuthehela ho Jesu. Ba bona barutuwa ba bang ba hae ba eja dijo ka matsoho a sa hlwekang, ke ho re a sa hatlelwang. Ho latela moetlo wa baholoholo, Bafarisi le Bajuda bohle ba ne ba sa je ba sa hatlela ka hloko, mme leha ba etswa lebaleng la motse, ba ne ba sa je ba sa itlhatswa; ho bile ho ena le meetlo e meng e mengata eo ba e amohetseng ho e boloka, e kang ho hlatswa mehope, dijana le dipitsa tsa lethose. Bafarisi le Ditsebi tsa Molao ba botsa Jesu, ba re: “Ke ka baka lang ha barutuwa ba hao ba sa hlomphe moetlo wa baholoholo, ba eja bohobe ka matsoho a sa hlwekang?” A re ho bona: “Esaya o porofetile hantle ka lona baikaketsi ting, jwalokaha ho ngotswe, ho thwe: “ Setjhaba sena se ntlhompha ka melomo ya sona feela, empa dipelo tsa sona di hole le nna; se nkgumamella lefeela, empa se ruta dithuto tseo e leng ditaelo tsa batho. “Le tlohetse taelo ya Modimo, le itshwareletse ka meetlo ya batho.” A boela a re ho bona: “Le tseba hantle ho beela taelo ya Modimo kathoko, e le hore le boloke meetlo ya lona! Moshe o itse: Hlompha ntatao le mmao, a ba a re: Ya rohakang ntatae kapa mmae a bolawe. Empa lona le re: Ha motho a ena le seo a ka thusang ntatae kapa mmae ka sona, feela a re: Hona ke korobane, ke ho re, mpho ho Modimo, ha le sa mo dumella ho etsetsa ntatae kapa mmae letho. Le fetola lentswe la Modimo lefeela ka moetlo wa lona oo le o neeletsanang, mme le etsa tse ngata tse jwalo.” A boela a bitsetsa letshwele ho yena, a re ho lona: “Mmameleng bohle, mme le utlwisise! Ha ho letho le kenang ka ho motho, le etswa kantle ho yena, le ka mo silafatsang, empa tse tswang ka ho yena ke tsona tse mo silafatsang. Haeba motho a ena le ditsebe ho utlwa, a utlwe!” Yare ha a tloha hara letshwele, a kena ka tlung; barutuwa ba hae ba mmotsa tsa setshwantsho seo. A re ho bona: “Na le lona le hloka kutlwisiso? Na ha le elellwe hore ntho e nngwe le e nngwe e tswang kantle ha e kena ka ho motho e sitwa ho mo silafatsa, hobane ha e kene ka pelong ya hae, empa e kena ka maleng, e nto tswela mohlabeng?” Ka ho rialo a bolela ho hlweka ha dijo tsohle. A re: “Se tswang ka ho motho ke sona se mo silafatsang, hobane ke kahare, dipelong tsa batho, moo ho tswang mehopolo e mebe: bohlola, boshodu, dipolao, le bofebe, meharo, bokgopo, thetso, mekgwa e hlabisang dihlong, mona, ketseletso, boikgantsho, le bothoto. Dintho tsena tsohle tse mpe di tswa kahare, mme di silafatsa motho.” Ho tloha moo, Jesu a ya sebakeng sa Tire. A kena ka tlung, mme a lakatsa hore ho se be ya ka tsebang, empa a sitwa ho pateha. Hanghang mosadi eo moradinyana wa hae a neng a ena le moya o ditshila, a mo utlwela, mme a ya, a fihla, a itihela maotong a hae. Mosadi eo e ne e le Mogerike, wa mofuta wa Basiria ba Fenisia; a mo kopa hore a leleke modemona ho moradi wa hae. Jesu a re ho yena: “Lesa bana ba kgore pele, hobane hase hantle hore ho nkwe bohobe ba bana, bo akgellwe dintjanyana.” A araba, a re ho yena: “Morena, le tsona dintjanyana tse tlasa tafole di ja makumane a wang ho bana.” A re ho yena: “Ka baka la polelo ena, ikele, modemona o tswile ho moradi wa hao.” A ya hae, a fumana ngwana a robetse diphateng, mme modemona o tswile. Jesu ha a kgutla sebakeng sa Tire, a boela a ya letsheng la Galelea ka tsela ya Sidone, ka ho haola naha ya Dekapolese. Ba mo tlisetsa monna ya tsebetutu, ya lehwelea, mme ba mo rapela hore a mmee letsoho. Jesu a mo tlosa hara letshwele, a mo nkela thokwana, mme a kenya menwana ya hae ka ditsebeng tsa hae; a tshwela mathe, a ama leleme la hae. A lelalla lehodimong, a fehelwa, a re ho yena: “Efatha!” e leng ho re: “Thiboloha!” Hanghang ditsebe tsa hae tsa thiboloha, leleme la hae la raroloha, mme a bua hantle. Jesu a ba laya ho se bolelle motho, empa leha a ba laile, ba tswela pele ho phatlalatsa taba eo. Ba hlollwa haholo, mme ba re: “Tsohle o di entse hantle; o etsa hore bo-tsebetutu ba utlwe, dimumu di bue!” Matsatsing ao, ha letshwelehadi le boetse le phuthehile, le se na seo le ka se jang, Jesu a bitsa barutuwa ba hae, a re ho bona: “Ke utlwela batho bana bohloko, hobane ba se ba bile le nna matsatsi a mararo, mme ha ba na letho leo ba ka le jang. Haeba ke ba qhala ho ya hae ba lapile, ba ka fellwa ke matla tseleng; ebile ba bang ba bona ba tswa hole.” Barutuwa ba hae ba mo araba, ba re: “Ke hokae moo motho a ka fumanelang batho baa bohobe bo ka ba kgorisang moo feelleng?” A ba botsa, a re: “Le na le dinkgwa tse kae?” Ba re: “Tse supileng.” Yaba o laela batho hore ba dule fatshe; a nka dinkgwa tse supileng, a leboha, a nto di ngwatha, a nea barutuwa ba hae hore ba ba abele, yaba ba abela letshwele. Ba ne ba ena le ditlhatswana tse seng kae; yare hoba a di hlohonolofatse, a re le tsona tseo di ajwe. Batho ba eja, ba kgora, yaba ho bokellwa makumane a setseng; a etsa diroto tse supileng. Ba ne ba ka ba kete tse nne. Yaba Jesu o a ba lokolla. Yare hoba a kene ka sekepeng le barutuwa ba hae, a ya naheng ya Dalamanutha. Bafarisi ba tla, ba qala ho phea kgang le yena, mme ka ho mo leka, ba batla hore a ba bontshe sesupo se tswang lehodimong. Jesu a sisimoloha moyeng, a re: “Moloko ona o batlelang sesupo? Kannete ke a le bolella, moloko ona ha o ka ke wa newa sesupo!” A tloha ho bona, a boela a kena ka sekepeng, a tshelela mose wane. Barutuwa ba ne ba lebetse ho inkela bohobe, mme ba se na letho ka sekepeng haese senkgwa se le seng. Jesu a ba laela, a re: “Ebang sedi, le hlokomele tomoso ya Bafarisi le tomoso ya Heroda!” Ba buisana ba le bang, ba re: “Ke kahobane ha re a tla le bohobe.” Ha a lemoha a re ho bona: “Keng ha le buisana, le re: Ke kahobane ha le a tla le bohobe? Na ha le eso elellwe leha e le ho utlwisisa? Na pelo tsa lona di sa thatafetse? Le na le mahlo; na ha le bone? Le na le ditsebe; na ha le utlwe? Na ha le sa hopola hore ha ke ne ke ngwathela ba kete tse hlano dinkgwa tse hlano, na le ne le bokelle diroto tse kae tse tletseng makumane?” Ba re ho yena: “Tse leshome le metso e mmedi.” “Ha ke ngwathela ba dikete tse nne dinkgwa tse supileng, le ne le bokelle diroto tse kae tse tletseng makumane?” Ba re ho yena: “Tse supileng.” A re ho bona: “Na ha le eso utlwisise?” Ba fihla Bethesaida. Batho ba tlisa sefofu ho Jesu, mme ba mo rapela hore a se ame. A tshwara sefofu ka letsoho, a se isa kantle ho motse; a tshwela mathe mahlong a sona, a se bea matsoho, a se botsa, a re: “Na ho na le seo o se bonang?” Sa tadima, mme sa re: “Ke bona batho, ba tsamaya e ka difate.” A boela a bea matsoho mahlong a sona, mme sa bona hantle sa fola, sa bona tsohle ka mokgwa o hlakileng esitana le hole. Jesu a se romela habo sona, a re: “O se ke wa kena motseng, wa bolella motho.” Jesu le barutuwa ba hae ba ya metsaneng e mathokong a Sesaria ya Filipi. Tseleng, a botsa barutuwa ba hae, a re ho bona: “Batho ba re ke mang?” Ba mo araba, ba re: “Johanne Mokolobetsi; ba bang ba re Elia, empa ba bang ba re e mong wa baporofeta.” A ba botsa, a re: “Empa lona le re nna ke mang?” Petrose a re ho yena: “O Kreste.” A ba laya hore ba se ke ba bolella motho ka yena. Jesu a qala ho ba ruta hore eka kgona Mora Motho a hlokofatswe haholo, a lahlwe ke baholo, baprista ba baholo, le Ditsebi tsa Molao, a bolawe, mme kamora matsatsi a mararo a tsohe bafung. A bolela taba eo pepenene. Petrose a mo nkela kathoko, a qala ho mo kgalemela. Jesu ha a reteleha, mme a bona barutuwa ba hae, a kgalemela Petrose, a re: “Tloha kapele ho nna, Satane, hobane ha o hopole tsa Modimo, o hopola tsa botho!” A bitsa letshwele le barutuwa ba hae, a re ho bona: “Haeba motho a rata ho ntatela, a itele, a jare sefapano sa hae, mme a ntatele. Mang le mang ya ratang ho pholosa bophelo ba hae, bo tla mo lahlehela, empa mang le mang ya lahlehelwang ke bophelo ba hae ka baka la ka, le ka baka la molaetsa o molemo, o tla bo pholosa. Ebe motho a ka boellwa ke eng, haeba a ka rua lefatshe lohle, empa a senyehelwa ke bophelo ba hae? Kapa motho a ka rekanya bophelo ba hae ka eng? Mang le mang ya tla hlajwa ke dihlong ka baka la ka, le ka lebaka la dipolelo tsa ka, molokong ona wa bakwenehi, wa baetsadibe, le Mora Motho o tla hlajwa ke dihlong ka baka la hae ha a etla ka tlotla ya Ntatae, a ena le mangeloi a halalelang.” Jesu a re ho bona: “Kannete ke a le bolella, ho na le ba bang hara ba emeng mona ba ke keng ba tseba lefu, ho fihlela ba bona Mmuso wa Modimo o etla ka matla.” Kamora matsatsi a tsheletseng, Jesu a nka Petrose, le Jakobo, le Johanne, a ya le bona thabeng e telele ba le bang, boinotshing. A fetoha tshobotsi a le pela bona; diaparo tsa hae tsa qala ho benya, tsa eba tshweu bja! ka mokgwa oo ho se nang sehlatswi se lefatsheng se ka tsebang ho sweufatsa hakaalo. Elia le Moshe ba iponahatsa ho bona ba ntse ba bua le Jesu. Petrose a re ho Jesu: “Moruti, ke hantle ha re le mona; a re hlomeng maphephe a mararo, le leng e be la hao, le leng e be la Moshe, le leng e be la Elia.” A se ke a tseba hore na a ka reng, hobane ba ne ba tshohile haholo. Leru la hlaha, la ba kgurumetsa, mme lentswe le tswang lerung la re: “Enwa ke Mora wa ka eo ke mo ratang, mo mameleng.” Hanghang ha ba qamaka, ba se ke ba bona motho ya nang le bona haese Jesu feela. Ha ba ntse ba theoha thabeng, Jesu a ba laya hore ba se ke ba phetela motho tseo ba di boneng, haese ha Mora Motho a se a tsohile bafung. Ba mamela taelo eo, ba ntse ba ipotsa hore na ho tsoha bafung ke ho reng. Ba mmotsa, ba re: “Ke hobaneng ha Ditsebi tsa Molao di re, Elia eka kgona a tle pele?” A re ho bona: “Ehlile Elia o tla tla pele ho busetsa dintho tsohle madulong; athe ho ngotswe jwang ka Mora Motho hore o tshwanetse ho hlokofatswa haholo, le ho nyediswa? Empa ke a le bolella: Elia o ile a tla, mme ba ile ba mo etsa kamoo ba ratang kateng, jwalokaha ho ngotswe ka yena.” Ha ba fihla ho barutuwa, ba bona letshwelehadi le ba teetse hare, le Ditsebi tsa Molao di phea kgang le bona. Hanghang ha letshwele lohle le bona Jesu, la makala haholo, mme la mathela ho yena, la mo dumedisa. A ba botsa, a re: “Ke eng eo le pheang kgang ka yona le bona?” E mong wa ba letshwele a mo araba, a re: “Moruti, ke tlisitse mora wa ka ya nang le moya o semumu ho wena. Kae le kae moo o mo tshwarang, o mo tabanya fatshe, a kgethetse makweba, a tsikitlanye meno, a satalle. Ke ile ka kopa barutuwa ba hao hore ba o leleke, empa ba ile ba hloleha.” A ba araba, a re: “A moloko o sa dumeleng! Ke tla ba le lona ho fihlela neng? Ke tla le mamella ho fihlela neneng? Mo tliseng ho nna!” Ba mo tlisa ho yena. Hanghang ha moya o bona Jesu, wa tsukutla ngwana habohloko, mme a wela fatshe a thakginya, a ntse a kgethetsa makweba. Jesu a botsa ntata ngwana: “E se e le nako e kae a hlahetswe ke hoo?” A re: “Ho tloha bongwaneng ba hae; o atisa ho mo lahlela mollong le metsing, hore o tle o mo timetse, empa haeba o ka etsa ho hong, re hauhele, mme o re thuse.” Jesu a re ho yena: “O re, haeba o ka etsa! Tsohle di ka etsahala ho ya dumelang!” Yaba ntata ngwana o a howa, o re: “Ke a dumela; thusa ho hloka tumelo ha ka!” Ha Jesu a bona hore letshwele le mathela ho yena, a kgalemela moya o ditshila ka matla, a re ho wona: “Moya o semumu, o tsebetutu, ke a o laela, tswa ho yena, mme o se ke wa hlola o kena ho yena hape!” Wa bokolla, wa mo tsukutla habohloko, mme wa tswa; ngwana a ba jwaloka setopo, hoo ba bangata ba ileng ba re o shwele. Empa Jesu a mo tshwara ka letsoho, a mo tsosa, mme a ema. Ha a fihla ka tlung, barutuwa ba hae ba mmotsa boinotshing, ba re: “Ke ka baka lang rona re sitilweng ho o leleka?” A re ho bona: “Mofuta ona ha o tswe haese ka thapelo.” Ba tloha moo, mme ba haola Galelea. Jesu o ne a sa rate ha ho ka tseba motho, hobane o ne a ruta barutuwa ba hae, a ba bolella, a re: “Mora Motho o se a tla neelwa matsohong a batho, mme ba tla mmolaya; ha a se a bolailwe, o tla tsoha bafung kamora matsatsi a mararo.” Ba se ke ba utlwisisa polelo eo, empa ba tshaba ho mmotsa. Ba fihla Kaperenauma. Jesu ha a le ka tlung, a ba botsa, a re: “Le ne le pheisana kgang ya eng tseleng?” Ba kgutsa, hobane ba ne ba ile ba pheisana kgang tseleng ka ho re na e moholo ke ofe. Hoba a dule, a bitsa ba leshome le metso e mmedi, a re ho bona: “Haeba mang kapa mang a rata ho ba wa pele, e be wa ho qetela ho bohle le mosebeletsi wa bohle.” A nka ngwana, a mo emisa kapele ho bona, mme hoba a mo sike, a re ho bona: “Mang le mang ya amohelang e mong wa bana ba jwaloka enwa lebitsong la ka, o a nkamohela, mme ya nkamohelang, ha a amohele nna, empa o amohela ya nthomileng.” Johanne a re ho yena: “Moruti, re bone e mong a leleka bademona ka lebitso la hao, mme ra mo thibela, hobane a sa re latele.” Jesu a re: “Le se ke la mo thibela, kahobane ha ho ya ka etsang ketso e hlollang ka lebitso la ka, ebe a ka phakisa a mpua hampe, hobane ya sa re lwantsheng o eme le rona. Kannete ke a le bolella, mang le mang ya le fang mohope wa metsi kahobane le le ba Kreste, ha a ka ke a hloka moputso wa hae. “Mang le mang ya dihelang sebeng e mong wa ba banyenyane bana ba dumelang ho nna, ho molemo ho yena ha a tlamellwa lelwala molaleng, mme a lahlelwa lewatleng. Haeba letsoho la hao le o dihela sebeng, le pome; ho molemo ho wena ho kena bophelong o le tsohane, ho ena le ho ya diheleng, mollong o sa timeng, o ena le matsoho a mabedi, moo seboko se ba jang ka ho sa feleng, mme mollo o sa timeng. Haeba leoto la hao le o dihela sebeng, le pome; ho molemo ho wena ho kena bophelong o le kotwane, ho ena le ho lahlelwa diheleng o ena le maoto a mabedi, moo seboko se ba jang ka ho sa feleng, mme mollo o sa timeng. Haeba leihlo la hao le o dihela sebeng, le honye; ho molemo ho wena ho kena Mmusong wa Modimo o le moihlwe, ho ena le ho lahlelwa diheleng o le mahlo a mabedi, moo seboko se ba jang ka ho sa feleng, mme mollo o sa timeng, hobane e mong le e mong o tla nokwa ka mollo. “Letswai le molemo, empa letswai ha le tapile, le ka tswaifatswa jwang? Ebang le letswai ka ho lona, mme le phedisane ka kgotso.” Jesu a tloha moo, a ya naheng ya Judea le mose ho Jorodane; matshwele a mmokanela hape, mme a a ruta hape, jwalokaha a ne a tlwaetse. Bafarisi ba tla ho yena, ba mmotsa ka ho mo leka, hore na ho a dumelleha hore motho a hlale mosadi wa hae. A ba araba, a re: “Moshe o le laetseng?” Ba re: “Moshe o ne a dumele hore ho ngolwe lengolo la tlhalo, mme ho hlalwe.” Jesu a re ho bona: “O le ngoletse taelo eo ka baka la bothata ba dipelo tsa lona. Empa ho tloha tshimolohong ya tlholeho Modimo o ile a etsa e motona le e motshehadi; ka baka lena monna o tla tlohela ntatae le mmae a matahane le mosadi wa hae, mme ba babedi bao ba tla fetoha ntho e le nngwe; kahoo ha ba sa le babedi, empa e se e le ntho e le nngwe. Seo Modimo a se kopantseng se se ke sa arohanngwa ke motho.” Ha ba se ba le ka tlung hape, barutuwa ba hae ba mmotsa ka taba ena. A re ho bona: “Mang le mang ya hlalang mosadi wa hae, a nyala e mong, o mo sitelwa ka ho feba, mme haeba mosadi a hlala monna wa hae, a nyalwa ke e mong, o a feba.” Yaba ba tlisa bana ho Jesu hore a ba ame, empa barutuwa ba kgalemela ba ba tlisang. Yare ha Jesu a bona hona, a halefa, a re ho bona: “Lesang bana ba tle ho nna, le se ke la ba thibela, hobane Mmuso wa Modimo ke wa ba jwaloka bona. Kannete ke a le bolella, mang le mang ya sa amoheleng Mmuso wa Modimo jwaloka ngwana, ha a ka ke a kena ho wona.” A ba sika, a ba hlohonolofatsa ka ho ba bea matsoho. Ha Jesu a tshwela tseleng, monna e mong a mathela ho yena, a kgumama kapele ho yena, a mmotsa, a re: “Moruti ya molemo, nka etsang hore ke tle ke rue bophelo bo sa feleng?” Jesu a re ho yena: “O mpitsetsang ya molemo? Ha ho ya molemo haese Modimo feela. O tseba melao e reng: O se ke wa bolaya, o se ke wa feba, o se ke wa utswa, o se ke wa etseletsa motho e mong, o se ke wa qhekanyetsa, hlompha ntatao le mmao. ” A re ho yena: “Moruti, tsena tsohle ke di bolokile ho tloha botjheng ba ka.” Jesu a mo tadima, mme a mo rata, a re ho yena: “O haellwa ke ntho e le nngwe: Eya, o rekise tsohle tseo o nang le tsona, o abele mafutsana tjhelete eo, mme o tla ba le letlotlo lehodimong; jwale o tle, o ntatele!” Mohlankana a kgathala matla ke polelo eo, a tsamaya a swabile, hobane o ne a ruile haholo. Jesu a qamaka, mme a re ho barutuwa ba hae: “Ho tla ba thata hakaakang hore ba nang le maruo ba kene Mmusong wa Modimo!” Barutuwa ba hlollwa ke dipolelo tsa hae. Jesu a boela a re ho bona: “Bana ba ka, ho thata hakaakang ho kena Mmusong wa Modimo! Ho bonolo hore kamele e tswe lesobeng la nale, ho ena le hore morui a kene Mmusong wa Modimo!” Ba makala haholo, ba botsana, ba re: “Ke mang ya ka pholohang?” Jesu a ba tadima, mme a re: “Hona ho sita batho, e seng Modimo, hobane Modimo ha a sitwe ke letho.” Petrose a qala ho bua le yena, a re: “Bona, re tlohetse tsohle, ra o latela!” Jesu a re: “Kannete ke a le bolella, ha ho motho ya tlohetseng ntlo ya hae, le bana babo, le dikgaitsedi, le mmae, le ntatae, le bana, kapa le masimo ka baka laka le la molaetsa o molemo, eo mehleng ya jwale a ke keng a fuwa halekgolo matlo, le bana babo, le dikgaitsedi, le bommae, le bana, le masimo, hammoho le ditlhoriso, a nto amohela bophelo bo sa feleng mehleng e tlang. Empa ba bangata bao e leng ba pele e tla ba ba ho qetela, ba ho qetela e be ba pele.” Ba ne ba le tseleng, ba nyolohela Jerusalema. Jesu o na tsamaya kapele ho bona, mme ba ne ba hloletswe; athe ha e le ba latetseng ba ne ba tshohile. Yaba o boela a nkela ba leshome le metso e mmedi kathoko, a qala ho ba bolella tse tla etsahala ka yena, a re: “Bonang, re nyolohela Jerusalema, mme Mora Motho o tla neelwa baprista ba baholo le Ditsebi tsa Molao, mme ba tla mo ahlolela lefu, ba neelane ka yena ho baditjhaba; ba tla mo soma, ba mo tshwele ka mathe, ba mo shape, ba mmolaye, a nto tsoha ka tsatsi la boraro.” Jakobo le Johanne, bara ba babedi ba Sebedea, ba tla ho Jesu, ba re: “Moruti, re batla o re etsetse seo re tla o kopa sona.” A re ho bona: “Le rata ha ke le etsetsang?” Ba re ho yena: “Ako re nee hore, tlotleng ya hao, re dule e mong ka letsohong la hao le letona, e mong ka ho le letshehadi!” Jesu a re ho bona: “Ha le tsebe seo le se kopang. Na le ka nwa senwelo seo ke se nwang, kapa le ho kolobetswa ka kolobetso eo nna ke kolobetswang ka yona?” Ba re ho yena: “Re ka etsa.” Jesu a re ho bona: “Senwelo seo ke se nwang le tla se nwa, mme kolobetso eo ke tla kolobetswa ka yona, le tla kolobetswa ka yona. Ha e le ho dula ka letsohong la ka le letona kapa ka ho le letshehadi, hase nna ya ka fanang ka hona, ke ha ba ho lokiseditsweng.” Ha ba leshome ba utlwa hona, ba qala ho halefela Jakobo le Johanne. Jesu a ba bitsa, mme a re ho bona: “Le a tseba hore ba tadingwang e le babusi ba ditjhaba ba di busa ka thata, mme ba baholo ba bona ba di tshwara ka thata. Empa ha ho na ho ba jwalo ho lona. Ya batlang ho ba e moholo hara lona e tla ba mosebeletsi wa lona; ya batlang ho ba wa pele hara lona e tla ba mohlanka wa bohle, hobane le Mora Motho ha a a ka a tlela ho sebeletswa, empa ho tla sebeletsa le ho neelana ka bophelo ba hae hore e be topollo ya ba bangata.” Ba fihla Jeriko. Ha Jesu a tloha Jeriko le barutuwa ba hae le letshwele, sefofu Baretimea, mora Timea, o ne a dutse pela tsela a ntsa kopa. Ha a utlwa hore ke Jesu wa Nasaretha, a qala ho howa, a re: “Jesu, mora Davida, nkgauhele!” Ba bangata ba ne ba mo kgalemela hore a thole, empa a eketsa ho howa haholo, a re: “Mora Davida, nkgauhele!” Jesu a ema, a re: “Mmitseng!” Ba bitsa sefofu, ba re ho sona: “Beta pelo, ema, o a o bitsa!” Yaba se hlobola seaparo sa sona, se tlolela hodimo, se tla ho Jesu. Jesu a se araba, a re: “O rata ha ke o etsetsang?” Sefofu sa re ho yena: “Morena, nke ke boele ke bone!” Jesu a re ho sona: “Eya, tumelo ya hao e o fodisitse.” Hanghang Baretimea a boela a bona, mme a latela Jesu tseleng. Ha ba atamela Jerusalema, Bethefage le Bethania, Thabeng ya Mehlwaare, Jesu a roma ba babedi ba barutuwa ba hae, a re ho bona: “Eyang motsaneng o kapele ho lona, mme hanghang ha le kena ho wona, le tla fumana petsana e holehilweng, e esong ho palangwe ke motho le ka mohla. Le e lokolle, le e tlise. Ha motho a ka re ho lona: Keng ha le etsa tjee? ereng: Morena o a e hloka, mme o tla e kgutlisetsa kwano kapelepele! ” Ba ya, mme ba fumana petsana e holehilwe, kantle, pela monyako, tseleng ya motse, mme ba e lokolla. Batho ba bang ba neng ba eme moo ba re ho bona: “Le etsang na, ha le lokolla petsana eo?” Ba ba araba jwalokaha Jesu a ne a ba laetse, mme bona ba ba tlohela, ba tsamaya. Yaba ba tlisa petsana ho Jesu, ba ala diaparo tsa bona hodima yona, mme a e palama. Jwale ba bangata ba ala diaparo tsa bona tseleng, ba bang ba rema mahlaku naheng, mme ba a ala tseleng. Ba neng ba mo eteletse pele le ba neng ba etla kamorao, ba howa, ba re: “Hosanna! Ho bokwe ya tlang ka lebitso la Morena! Ho bokwe mmuso o tlang wa ntata rona Davida! Hosanna mahodimong a hodimodimo!” Yaba Jesu o kena Jerusalema, ka Tempeleng; hoba a qamake kahohle, kaha e ne e se e le nako ya mantsiboya, a tswa, a ya Bethania a ena le ba leshome le metso e mmedi. Ka la hosasane, ha ba etswa Bethania, Jesu a ikutlwa a lapile. A sa le hole, a bona sefate sa feiye se nang le mahlaku, mme a ya sheba hore na a ke ke a fumana ho hong ho sona. Empa ha a fihla ho sona, a se ke a fumana letho haese mahlaku feela, hobane e ne e se nako ya difeiye. A bua, a re ho sona: “Ho se hlole ho eba le ya ka jang tholwana tsa hao le ka mohla!” Barutuwa ba hae ba mo utlwa ha a rialo. Yaba ba fihla Jerusalema. Jesu a kena ka Tempeleng, mme a qala ho phahla bohle ba neng ba reka, ba rekisetsa ka ho yona; a phethola ditafole tsa baananyi ba ditjhelete, le ditulo tsa ba rekisang maeba, mme a se ke a dumella motho ho feta ka Tempeleng a jere letho. A ruta, a re ho bona: “Ana ha ho a ngolwa, ha thwe: “ Ntlo ya ka e tla bitswa ntlo ya thapelo eo e leng ya ditjhaba tsohle? Empa lona le e entse lehaha la dinokwane! ” Ha baprista ba baholo le Ditsebi tsa Molao ba utlwa hona, ba batla hore na ba ka mo timetsa jwang. Ba ne ba mo tshaba, kaha letshwele lohle le ne le hlollwa ke thuto ya hae. Yare ha e eba mantsiboya, Jesu le barutuwa ba hae ba tswela kantle ho motse. Ha ba feta kameso, ba bona sefate sane sa feiye se omeletse ho tloha metsong. Petrose ha a hopola, a re ho Jesu: “Moruti, bona sefate sa feiye seo o se rohakileng, se omeletse!” Jesu a ba araba, a re: “Ebang le tumelo ho Modimo. Kannete ke a le bolella hore ha e mong a ka re ho thaba eo: Sutha, o yo wela lewatleng, a se na pelaelo pelong ya hae, a mpa a dumela hore seo a se bolelang se tla etsahala, o tla se etsetswa. Ka baka leo, ke re ho lona: Tsohle tseo le di kopang ka thapelo, dumelang hore le se le di amohetse, mme le tla di etsetswa. Ha le ema ho etsa thapelo, eba le na le disuwa le motho, le mo tshwarele, e le hore Ntata lona ya mahodimong le yena a tle a le tshwarele diphoso tsa lona. Athe ha le sa tshwarele, Ntata lona ya mahodimong le yena a ke ke a le tshwarela diphoso tsa lona.” Ba boela ba tla Jerusalema. Yare ha a ntse a tsamaya ka Tempeleng, baprista ba baholo, le Ditsebi tsa Molao, le baholo ba tla ho yena, mme ba re ho yena: “Ke ka matla afe o etsang dintho tsee? Hona matla a ho di etsa, o a neilwe ke mang?” Jesu a re ho bona: “Ke tla le botsa potso e le nngwe. Le nkarabe, mme ke tla le bolella hore na ke ka matla afe ke etsang tsena. Na kolobetso ya Johanne e ne e etswa lehodimong kapa bathong? Nkarabeng!” Ba buisana ba le bang, ba re: “Ha re ka re, E ne e etswa lehodimong, o tla re, Ke ka baka lang le sa kang la mo dumela?>*** Empa ha re ka re, E ne e etswa bathong, ” ba ne ba tshaba letshwele, hobane bohle ba ne ba tadima Johanne e le moporofeta wa sebele. Ba araba Jesu, ba re: “Ha re tsebe.” Jesu a re ho bona: “Le nna ha ke le bolelle hore na ke ka matla afe ke etsang tsena.” Jesu a qala ho bua le bona ka ditshwantsho, a re: “Motho o ile a lema tshimo ya morara, a e teela hare ka lerako, a tjheka setlhotlelo hara yona, a ba a haha le kalana ya molebedi. A e nea balemi ho e lema seahlolo, yaba o a eta. Yare ha nako e fihlile, a romela mohlanka ho balemi, hore a bokelle ho bona seabo sa hae sa kotulo. Ba mo tshwara, ba mo kgakgatha, mme ba mo kgutlisa a se na letho. A boela a romela mohlanka e mong ho bona; eo ba mmata hloohong, mme ba mo tlontlolla. A romela e mong, yena ba mmolaya; le ba bang ba bangata, bao ba ileng ba kgakgatha ba bang ho bona, ba bolaya ba bang. “O ne a saletswe ke motho a le mong feela, mora eo a mo ratang. A mo romela ho bona e le wa ho qetela, a re: Ba tla hlompha mora wa ka. “Empa balemi bao ba buisana, ba re: Enwa ke mojalefa; a re mmolayeng, lefa e tle e be la rona. Ba mo tshwara, ba mmolaya, mme ba mo lahlela kantle ho tshimo ya morara. “Jwale na monga tshimo o tla etsa jwang? O tla tla, mme a timetse balemi bao, tshimo a e nee ba bang. Na ha le eso bale Mangolong a halalelang, moo ho thweng: “ Lejwe le lahlilweng ke dihahi le fetohile lejwe la mantlha. Ke Morena ya entseng hona, mme mahlong a rona ke mohlolo? ” Jwale ba batla ho mo tshwara, ba mpa ba tshaba letshwele, hobane ba ne ba utlwisisa hore ka setshwantsho sena o bolela bona. Ba mo tlohela, ba ikela. Yaba ba romela ba bang ba Bafarisi le balatedi ba Heroda ho Jesu, hore ba tle ba mo tshwase ka dipuo tsa hae. Ba fihla, ba re ho yena: “Moruti, re a tseba hore o motho wa nnete, le hore ha o natse motho, hobane ha o ye ka tshobotsi, empa o ruta tsela ya Modimo ka nnete. Na ho a dumelleha hore ho ntshetswe Sesare lekgetho kapa tjhe? Na re ka le ntsha, kapa re ke ke ra le ntsha?” Empa yena, ka ho tseba boikaketsi ba bona, a re ho bona: “Le ntekelang? Ntlisetseng tjhelete ya denare, nke ke e bone.” Ba e tlisa. A re ho bona: “Setshwantsho see, le mongolo oo, ke tsa mang?” Ba re ho yena: “Ke tsa Sesare.” Yaba Jesu o re ho bona: “Ntshetsang Sesare tseo e leng tsa Sesare, le Modimo tseo e leng tsa Modimo,” mme ba mo tsota. Jwale Basaduke, ba neng ba re ha ho tsoho ya bafu, ba tla ho yena, ba mmotsa, ba re: “Moruti, Moshe o re ngoletse hore ha ngwanabo monna a eshwa, mme a siya mohlolohadi a se na bana, ngwanabo a kenele mohlolohadi eo, mme a tswalle ngwanabo bana. Ho ne ho ena le bara ba motho ba supileng. Wa pele a nyala mosadi, empa a shwa a se na bana. Wa bobedi a mo kenela; a shwa a se na bana. Ha eba jwalo le ho wa boraro. Ka bosupa ba bona ha ba a ka ba eba le bana. Kamorao ho bohle le yena mosadi a shwa. Mohla tsoho ya bafu, ha ba tsoha, mosadi eo e tla ba wa mang ho bona, kaha ba ne ba mo nyetse ka bosupa ba bona?” Jesu a re ho bona: “Na ha le lahlehe ke hobane le sa tsebe Mangolo a halalelang, leha e le matla a Modimo? Ha batho ba tsoha bafung, ha ba nyalane, empa ba jwaloka mangeloi mahodimong. Tabeng ya bafu ba tsohang, na ha le eso bale bukeng ya Moshe, moo ho buuwang ka sehlahla, kamoo Modimo a ileng a re ho yena kateng: Ke nna Modimo wa Aborahama, Modimo wa Isaka, le Modimo wa Jakobo?>*** Modimo hase Modimo wa bafu, empa ke Modimo wa ba phelang. Le lahlehile hampe.” E mong wa Ditsebi tsa Molao, ya neng a ba mametse ha ba pheile kgang, mme a bona hore Jesu o ba arabile hantle, a tla ho yena, a mmotsa, a re: “Taelo ya pele ho tsohle ke efe?” Jesu a araba, a re: “Ya pele ke e reng: Mamela Iseraele! Morena Modimo wa rona ke yena feela Morena, mme o rate Morena Modimo wa hao ka pelo ya hao yohle, le ka moya wa hao wohle, le ka maikutlo a hao wohle, le ka matla a hao wohle. Ya bobedi ke ena: Rata mohaeno jwalokaha o ithata. Ha ho taelo e nngwe e kgolo ho feta tsena.” Setsebi sa Molao sa re ho yena: “O nepile, Moruti, o buile nnete ha o re, Modimo o mong, ha ho e mong kantle ho yena, mme ho mo rata ka pelo yohle, le ka kelello yohle, le ka matla wohle, le ho rata mohahabo rona jwalokaha re ithata, ho feta ditjheso tsohle le mahlabelo wohle.” Jesu ha a bona hore o arabile ka bohlale, a re ho yena: “Ha o hole le Mmuso wa Modimo.” Ha ho a ka ha hlola ho eba le ya betang pelo ho mmotsa. Jesu ha a ntse a ruta ka Tempeleng, a botsa, a re: “Ditsebi tsa Molao di bolela jwang hore Kreste ke Mora wa Davida? Davida, ka tataiso ya Moya o Halalelang, o ile a re: “ Morena o itse ho Morena wa ka: Dula ka letsohong la ka le letona, ho fihlela ke bea dira tsa hao katlasa maoto a hao. “Davida ka boyena o mmitsa Morena. Jwale e ka ba mora wa hae jwang?” Letshwelehadi le ne le thabela ho mo mamela. Thutong ya hae Jesu a re: “Hlokomelang Ditsebi tsa Molao! Ke batho ba ratang ho itsamaela ka diaparo tse phuphuthang le ho dumediswa mabaleng a metse; ba batlang ditulo tse hlomphehang matlung a thapelo le ditulo tse kapele meketeng; ba hapang matlo a basadi ba bahlolohadi, leha ba ntse ba etsa dithapelo tse telele tsa boikaketsi. Ba tla ahlolwa ka ho fetisisa.” Jesu a ya dula malebana le letlole la matlotlo, a tadima kamoo letshwele le nokelang tjhelete letloleng kateng. Barui ba bangata ba ne ba nokela e ngata. Ha tla mosadi e mong wa mohlolohadi ya futsanehileng; a nokela tjheletana tse pedi, tse ka lekanang le sente. Yaba Jesu o bitsa barutuwa ba hae, o re ho bona: “Kannete ke a le bolella, mosadi eo wa mohlolohadi, ya futsanehileng, o noketse ho feta bohle ba nokelang letloleng, hobane bohle ba noketse ba nkile bonkong, athe yena o noketse a nkile bohloking, tsohle tseo a neng a ena le tsona, sohle seo a neng a tla phela ka sona.” Ha Jesu a etswa ka Tempeleng, e mong wa barutuwa ba hae a re ho yena: “Moruti, ako bone: ke majwe a makaakang le mehaho e makaakang!” Jesu a mo araba, a re: “O a e bona mehaho e meholo ee? Ha ho na lejwe le tla sala hodima lejwe le leng le sa heletswa.” Yare ha a ntse a dutse Thabeng ya Mehlwaare, malebana le Tempele, Petrose, le Jakobo, le Johanne, le Andrease ba mmotsa boinotshing, ba re: “Ako re bolelle: Dintho tseo di tla etsahala neng? Pontsho e tla be efe ha tseo tsohle di phethahala?” Jesu a qala ho re ho bona: “Hlokomelang, le se ke la tshoha le kgeloswa ke motho ofe kapa ofe. Ba bangata ba tla tla ka lebitso la ka, ba re: Ke nna, mme ba tla kgelosa ba bangata. Ha le utlwa mekgosi ya dintwa le madume a dintwa, le se ke la tshoha. Hona eka kgona ho etsahale, empa ha e eso be bofelo. Ditjhaba di tla tsohelana matla, le mebuso e futuhelane; ho tla ba le ditshisinyeho tsa lefatshe dibakeng tse ngata, le ditlala tsa sekoboto. Tsena ke qaleho ya ditlokotsi. “Ha e le lona, hlokomelang! Ba tla neelana ka lona makgotleng, le tla shapuwa matlung a thapelo, le emiswe kapela babusisi le mahosi ka baka la ka, e be bopaki ho bona. Eka kgona molaetsa o molemo o phatlalatswe ho ditjhaba tsohle pele. Ha ba le tshwara, ba neelana ka lona, le se ke la itshwenya e sa le pele hore na le tla reng, le mpe le bolele seo le se newang ka nako eo, hobane hase lona le tla bua, empa ke Moya o Halalelang. “Motho o tla ekelwa lefu ke ngwanabo, le ngwana ke ntatae, mme bana ba tla fetohela batswadi, ba ba bolaye. Le tla hlouwa ke bohle ka baka la lebitso la ka, empa ya tla tiisetsa ho isa qetellong, yena o tla pholoswa. “Ha le bona Manyala a Tshenyeho a eme moo a sa lokelang, mmadi a utlwisise se bolelwang! Mohlang oo ba leng Judea ba balehele dithabeng; motho ya sehlohlolong sa ntlo a se ke a ba a theoha leha e le ho kena ho ntsha ho hong ka tlung ya hae; le motho ya masimong a se ke a ba a kgutlela hae ho ya lata seaparo sa hae. Ho tla ba madimabe baimana le batswetse ba matsatsi ao! Rapelang hore tseo di se ke tsa etsahala mariha, hobane matsatsing ao ho tla ba le ditlokotsi tseo ho esong ho be teng tse jwalo, ho tloha tshimolohong ya dintho tseo Modimo a di bopileng ho fihlela jwale, mme ha di sa tla ba teng hape. Hojane Morena ha a tlo kgutsufatsa nako eo, ho ne ho se motho le ya mong ya neng a tla pholoha, empa o kgutsufaditse nako eo ka baka la bakgethwa bao a ba kgethileng. “Mohlang oo haeba motho a ka re ho lona: Bona, Kreste ke enwa! Bona, Kreste ke eo! le se ke la ba la dumela. Bo-Kreste ba bohata le baporofeta ba bohata ba tla hlaha, mme ba tla etsa dipontsho le dimakatso, hore, haeba ho ka etsahala, ba tle ba kgelose le bona bakgethwa. Empa lona, hlokomelang: Ke le boleletse tsohle e sa le pele. “Empa matsatsing ao, kamorao ho ditlokotsi tsena, letsatsi le tla fifala, kgwedi ha e na ho bonesa; dinaledi di tla wa lehodimong, mabotho a leng mahodimong a tla tsukutleha. “Jwale ba tla bona Mora Motho a etla a le marung, ka matla a maholo le ka tlotla. O tla roma mangeloi a hae, mme a tla phutha bakgethwa ba hae ba etswa diqoleng tse nne tsa lafatshe, ba etswa pheletsong ya lefatshe, ho isa pheletsong ya lehodimo. “Ithuteng ka setshwantsho sa sefate sa feiye. Ha lekala la sona le nolofala, le fuputsa mahlaku, le ye le tsebe hore lehlabula le haufi. Ka mokgwa o jwalo, le lona ha le bona dintho tsena di etsahala, tsebang hore o haufi, o monyako. Kannete ke a le bolella, moloko ona o ke ke wa fela tseo tsohle di eso etsahale. Lehodimo le lefatshe di tla fela, empa mantswe a ka ha a ka ke a fela. “Empa letsatsi leo kapa hora eo, ha ho ya di tsebang; esita le mangeloi a lehodimong kapa Mora ha a tsebe, haese Ntate. Hlokomelang, le fadimehe, hobane ha le tsebe hore na nako eo e tla tla neneng. Ho jwalokaha motho a eta, a siya ntlo ya hae, a nea bahlanka ba hae matla, e mong le e mong mosebetsi wa hae, a ba a laela molebedi wa monyako ho lebela. “Ha ho le jwalo fadimehang, hobane ha le tsebe hore na monga ntlo o tla tla neneng, mantsiboya kapa ka seroko, ka dialla kapa kameso, esere mohlomong a le tsometsa, a le fumana le robetse. Jwale seo ke le bolellang sona, ke se bolella bohle: Fadimehang!” Ho ne ho setse matsatsi a mabedi pele ho Paseka le mokete wa bohobe bo sa lomoswang. Baprista ba baholo le Ditsebi tsa Molao ba ne ba batla mokgwa wa ho tshwara Jesu ka mano, ba tle ba mmolaye, kaha ba ne ba re: “E se be mohla mokete, esere mohlomong moferefere wa eba teng hara setjhaba.” Yare ha Jesu a le Bethania ha Simone wa molepera, mme a dutse dijong, ha tla mosadi ya nang le pitsana e tletseng setlolo sa nareta ya sebele, se theko e phahameng. A thua pitsana, a se tshela hloohong ya Jesu. Empa ba bang ba ipelaetsa, mme ba buisana, ba re: “Tshenyo ee ya setlolo e etsetswang? Setlolo sena se ka be se rekisitswe didenare tse fetang makgolo a mararo, mme tsa abelwa mafutsana.” Ba omanya mosadi eo. Jesu a re ho bona: “Mo leseng! Le mo nyahamisetsang pelo? O nketseditse ketso e molemo. Mafutsana le na le wona kamehla, mme le ka a etsetsa molemo neng le neng ha le rata; athe nna le ke ke la ba le nna kamehla. O entse sohle seo a neng a ka se etsa: o se a tlotseditse mmele wa ka kepelo. Kannete ke a le bolella, hohle lefatsheng moo molaetsa ona o molemo o tla phatlalatswa teng, seo a se entseng se tla bolelwa, e be seo a hopolwang ka sona.” Yaba Judase Isekariota, e mong wa ba leshome le metso e mmedi, o ya ho baprista ba baholo, hore a tle a ba neele Jesu. Bona ha ba utlwa ba thaba, mme ba mo tshepisa ho mo fa tjhelete. Jwale a batla monyetla wa ho ba neela yena. Ka letsatsi la pele la mokete wa bohobe bo sa lomoswang, ha ho hlajwa dikonyana tsa Paseka, barutuwa ba Jesu ba re ho yena: “O rata ha re ya o lokisetsa ho jela Paseka kae?” Yaba o roma barutuwa ba babedi, a re ho bona: “Eyang motseng, mme le tla kgahlana le monna ya jereng nkgo ya metsi; mo lateleng. Moo a kenang teng, le re ho monga ntlo: Moruti o re: Kamore eo nka jelang Paseka ho yona mmoho le barutuwa ba ka, e kae?>*** O tla le bontsha kamore e kahodimo, e lokisitsweng, e kgolo, e nang le thepa. Le re lokisetse hona teng.” Barutuwa ba tloha, ba ya motseng, ba fumana ho le jwalokaha a ba boleletse, mme ba lokisetsa Paseka. Mantsiboya Jesu a tla le ba leshome le metso e mmedi. Ha ba ntse ba dutse ba eja, Jesu a re: “Kannete ke a le bolella hore e mong wa lona ya jang le nna, o tla nkeka.” Ba qala ho swaba, mme ba re ho yena ka bomong: “Na ke nna?” A re ho bona: “Ke e mong wa ba leshome le metso e mmedi, ya kenyang letsoho le nna ka sejaneng. Ruri Mora Motho o ikela jwalokaha ho ngotswe ka yena, empa ho madimabe motho eo Mora Motho a tla ekwa ke yena. Ho ka be ho bile molemo ho yena hoja a se ke a tswalwa.” Yare ha ba ntse ba eja, Jesu a nka bohobe, mme hoba a boke, a bo ngwatha, a ba nea bona, a re: “Nkang: hona ke mmele wa ka.” A nka senwelo, a leboha, a nto ba nea sona, mme bohle ba nwela ho sona. A re ho bona: “Hona ke madi a ka a selekane, a tla tshollelwa ba bangata. Kannete ke a le bolella, ha nka ke ka hlola ke enwa se tswang tholwaneng ya morara, ho fihlela letsatsing leo ke tla se nwa se le setjha Mmusong wa Modimo.” Hoba ba bine sefela, ba tswa, ba ya Thabeng ya Mehlwaare. Yaba Jesu o re ho bona: “Bohle le tla kweneha, hobane ho ngotswe, ho thwe: “ Ke tla otla modisa, mme dinku di tla qhalana. “Empa ha ke se ke tsohile bafung, ke tla le etella pele ho ya Galelea.” Petrose a re ho yena: “Leha bohle ba ka kweneha, nna nke ke!” Jesu a re ho yena: “Kannete ke a o bolella hore kajeno, bosiung bona, etlare mokoko o eso lle habedi, o tla be o ntatotse hararo.” Petrose a mpa a bua ka matla, a re: “Leha eba ke tlameha ho shwa le wena, ha nka ke ka o latola.” Bohle le bona ba bua jwalo. Yaba ba ya serapeng seo lebitso la sona e leng Gethesemane, mme Jesu a re ho barutuwa ba hae: “Dulang mona ha ke ntse ke rapela.” A tsamaya le Petrose, le Jakobo le Johanne, mme a qala ho tshoha haholo le ho tshwenyeha. Yaba o re ho bona: “Moya wa ka o maswabing a maholo hoo nka shwang; salang mona, le fadimehe.” A ya pejana, a itihela fatshe, a rapela hore, ha ho ka etsahala, motsotso oo o tle o mo fete. A re: “Abba, Ntate, ha ho letho le ka o sitang: ako tlose senwelo sena pela ka! Empa ho etswe se ratwang ke wena, e seng ke nna!” A tla, a fumana ba robetse, mme a re ho Petrose: “Simone, o robetse? Na o sitilwe ho fadimeha hora e le nngwe? Fadimehang, le rapele, hore le se kene molekong; moya o mafolofolo, empa mmele o a fokola.” A tloha hape ho bona, mme a rapela, a pheta mantswe wona ane. Ha a kgutlela ho bona hape, a fumana ba robetse, hobane mahlo a bona a ne a le boima ke boroko. Ba ne ba sa tsebe hore na ba ka mo araba jwang. Ha a kgutlela ho bona kgetlo la boraro, a re ho bona: “Na le sa ntse le robetse, le phomotse? Ho lekane. Nako e fihlile. Bonang, Mora Motho o neelwa matsohong a baetsadibe. Tsohang, a re yeng, ya nkekang ke enwa, o se a atametse.” A re a sa bua, ha hlaha Judase, e mong wa ba leshome le metso e mmedi, a ena le letshwele le tshwereng disabole le dikoto, le etswa ho baprista ba baholo, le Ditsebi tsa Molao, le baholo. Ya ekang Jesu o ne a ba neile pontsho, a re: “Eo ke tla mo aka, ke yena; le mo tshware, le mo kganne, a se ke a phonyoha.” Hanghang ha a fihla, a toba Jesu, a re: “Moruti!” Yaba o a mo aka. Jwale ba mo tshwara. E mong wa ba neng ba eme moo a hula sabole ya hae, a hlatha mohlanka wa Moprista e Moholo, a mo poma tsebe. Jesu a bua, a re ho bona: “Na ebe ke senokwane ha le tlile ho ntshwara ka disabole le ka dikoto tjee? Ke nnile ka ba le lona ka matsatsi, ke ruta ka Tempeleng, ha le a ka la ntshwara. Empa eka kgona Mangolo a phethahale.” Bohle ba mo siya ba baleha. Mohlankana e mong o ne a mo latela, a itshophile ka lesela feela, mme ba mo tshwara. Empa yena a monyoha leseleng, a baleha a le feela. Yaba ba isa Jesu ho Moprista e Moholo, mme baprista ba baholo bohle, le baholo, le Ditsebi tsa Molao ba kopana. Petrose a mo latela a le sebakana ho ya fihla kahare ha Moprista e Moholo. A dula le balebedi mollong, a ikomosa. Baprista ba baholo le lekgotla kaofela ba batla bopaki bo ka tswang Jesu, hore ba tle ba mmolaye, empa ha ba a ka ba bo fumana. Ba bangata ba ne ba mo qosa ka bopaki ba leshano, empa bopaki ba bona bo ne bo sa dumellane. Yaba ba bang ba a ema, ba mo qosa ka bopaki ba leshano, ba re: “Re mo utlwile a re: Ke tla qhaqha Tempele ena e hahilweng ke batho, mme ka matsatsi a mararo ke hahe e nngwe e sa hahwang ke batho! ” Empa esita le hona moo bopaki ba bona bo ne bo sa dumellane. Moprista e Moholo a ema kapela bona, a botsa Jesu, a re: “Na ha o arabe letho hodima tseo ba o qosang ka tsona?” Empa yena a kgutsa, a se ke a araba letho. Moprista e Moholo a mmotsa hape, a re: “Na o Kreste, Mora wa Ya Bokehang?” Jesu a re: “Ke yena; “mme le tla bona Mora Motho a dutse letsohong le letona la Ya Matla, mme a etla ka maru a lehodimo.” Yaba Moprista e Moholo o hahola diaparo tsa hae, o re: “Re sa hlokelang dipaki? Le ikutlwetse nyefolo! Le bona jwang?” Bohle ba mo ahlola ka ho re o tshwanelwa ke lefu. Ba bang ba qala ho mo tshwela ka mathe, ho mo kgurumetsa sefahleho, ho mo otla ka ditebele, ba re ho yena: “Porofeta!” Le bona balebedi ba ne ba mo jabela. Yare ha Petrose a ntse a le katlase, lebaleng, le leng la makgabunyane a Moprista e Moholo la fihla. Ha le bona Petrose a ntse a ikomosa, la mo tadimisisa, la re: “Le wena o no ena le Jesu wa Nasaretha.” A latola, a re: “Ha ke tsebe, ebile ha ke utlwisise seo o se bolelang!” Yaba o tswela kantle, o leba monyako, mme mokoko wa lla. Ha lekgabunyane leo le mmona, la boela la qala hape ho re ho ba neng ba eme moo: “Enwa ke e mong wa bona.” A latola hape. Hamoraonyana, ba neng ba eme moo ba boela ba re ho Petrose: “Kannete o e mong wa bona, etswe o Mogalelea.” Ya eba moo a qalang ho rohakana le ho hlapanya, a re: “Ha ke tsebe motho eo le mmolelang.” Hanghang mokoko wa lla kgetlo la bobedi. Petrose a hopola polelo eo Jesu a neng a mmoleletse yona, e reng: “Mokoko o eso lle habedi, o tla be o ntatotse hararo.” A lla habohloko. E sa le kameso, hoba baprista ba baholo ba rerisane le baholo, le Ditsebi tsa Molao, le lekgotla lohle, ba tlama Jesu, ba mo kganna, ba mo neela Pilato. Pilato a mmotsa, a re: “Na o kgosi ya Bajuda?” Yena a mo araba, a re: “Wena o rialo.” Baprista ba baholo ba mo qosa ka tse ngata. Pilato a boela a mmotsa, a re: “Na ha o arabe letho? Bona kamoo ba o qosang ka tse ngata kateng.” Empa Jesu a se ke a hlola a araba letho, hoo Pilato a bileng a makala. Ka mokete Pilato o ne a tlwaetse ho ba lokollela motlamuwa e mong, eo ba mo kopang. Jwale ho ne ho le teng ya bitswang Barabase, ya neng a tshwerwe mmoho le ba neng ba fetohetse mmuso, ba bile ba bolaile motho nakong ya moferefere oo. Letshwele la nyolohela ha Pilato, mme la qala ho kopa ho etsetswa jwalokaha a ne a ye a le etsetse. Pilato a araba, a re: “Na le rata ha ke le lokollela kgosi ya Bajuda?” O ne a tseba hore baprista ba baholo ba neelane ka Jesu ka baka la mona. Empa baprista ba baholo ba susumetsa letshwele ho kopa hore a mpe a ba lokollele Barabase. Pilato a boela a re ho bona: “Jwale ke etse jwang ka eo le mmitsang kgosi ya Bajuda?” Empa bona ba boela ba howa, ba re: “Mo thakgise!” Pilato a re ho bona: “Empa o entse bobe bofe?” Ba eketsa ho howa, ba re: “Mo thakgise!” Pilato, ka ho lakatsa ho kgotsofatsa letshwele, a ba lokollela Barabase, mme hoba a laele hore Jesu a shapuwe, a neelana ka yena hore a thakgiswe. Yaba bahlabani ba isa Jesu kahare, lebaleng la ntlo ya bobusisi, mme ba bitsa lebotho lohle. Ba mo apesa seaparo se sefubedu, ba loha mofapahlooho wa meutlwa, ba mo rwesa wona. Ba qala ho mo dumedisa, ba re: “Ahe! Kgosi ya Bajuda!” Ba mmata hloohong ka leqala, ba mo tshwela ka mathe, ba koqama ka mangwele sa mokana ba mo kgumamela. Ha ba se ba mo somile, ba mo hlobodisa seaparo se sefubedu, ba mo apesa diaparo tsa hae, mme ba mo kgannela kantle hore ba tle ba yo mo thakgisa. Yaba Simone wa Sirene, ntata Alekesandere le Rufase, o feta a etswa naheng, mme bahlabani ba mo qobella ho jara sefapano sa Jesu. Ba mo isa sebakeng se bitswang Gologotha, e leng ho bolela Sebaka sa Lehata. Ba mo fa veine e tswakilweng ka mmira, empa yena a e hana. Ba mo thakgisa, mme ba arolelana diaparo tsa hae ba di arolelana ka lotho ho bona hore na mang o tla nka eng ho tsona. E ne e ka ba hora ya borobong, hoseng, ha ba mo thakgisa. Lengolo le bolelang molato wa hae le ne le ngotswe tjena: KGOSI YA BAJUDA. Dinokwane tse pedi tsa thakgiswa le yena, se seng ka letsohong le letona, se seng ka ho le letshehadi. Ha ba ha phethahala Mangolo a reng: “O baleletswe le ba kgopo.” Ba fetang ka tsela ba mo nyefola, ba ntse ba sisinya dihlooho, ba re: “Aha! Wena ya qhaqhang Tempele, mme o e tsose ka matsatsi a mararo, ipholose he, ka ho theoha sefapanong!” Ka mokgwa o jwalo le baprista ba baholo, le Ditsebi tsa Molao ba ne ba buisana, ba mo soma, ba re: “O pholositse ba bang, empa yena o sitwa ho ipholosa! Kreste, kgosi ya Iseraele, ha a ke a theohe sefapanong jwale, e le hore re bone, mme re dumele!” Le bona ba thakgisitsweng le yena ba mo hlapaola. Ka hora ya leshome le metso e mmedi, lefifi la aparela lefatshe lohle ho fihlela ka hora ya boraro. Yaba ka hora ya boraro Jesu o meketsa ka lentswe le phahameng, o re: “Eloi, Eloi, lema sabakthani?” e leng ho re: “Modimo wa ka, Modimo wa ka, o ntahletseng na?” Ba bang ba neng ba eme moo, ha ba mo utlwa, ba re: “Utlwang, o bitsa Elia!” E mong wa bona a phakisa a matha, a ina semonyametsi aseneng, a se hloma leqaleng, mme a mo nea hore a nwe, a re: “Lesang, re ke re bone hore na Elia o tla mo fanyolla.” Jesu a meketsa ka lentswe le phahameng, a neela moya. Yaba lesira la Tempele le taboha ka lehare, ho tloha hodimo ho isa tlase. Molaodi wa ba lekgolo ya emeng malebana le Jesu, ha a bona kamoo a neetseng moya kateng, a re: “Kannete motho enwa e ne e le Mora wa Modimo.” Le basadi ba ne ba le teng, ba tadimile ba le thokwana; hara bona ho ena le Maria wa Magadala, Maria mma Jakobo e monyenyane, le Joseta, le Salome, ba neng ba latela Jesu ba ntse ba mo sebeletsa ha a le Galelea, le basadi ba bang ba bangata ba neng ba nyolohetse le yena Jerusalema. Ha e se e le mantsiboya, kaha e ne e le letsatsi la Tlhekelo, ke ho re le etellang Sabatha pele, ha tla Josefa wa Arimathea, setho se hlomphehang sa lekgotla, eo le yena a neng a lebeletse Mmuso wa Modimo, a beta pelo, a kena ha Pilato, a kopa setopo sa Jesu. Pilato a makala ha a utlwa hore o se a shwele, a ba a bitsa molaodi wa ba lekgolo, mme a mmotsa hore na o se a hlile a shwele. Hoba a utlwe ka molaodi, a lokollela Josefa setopo. Yare hoba a reke lesela, a fanyolla setopo, a nto se phuthela ka lesela leo, a se bea lebitleng le betlilweng lefikeng, a phikolosetsa lejwe monyakong wa lebitla. Maria wa Magadala le Maria mma Joseta ba ne ba shebeletse, mme ba bona moo a bewang teng. Ha Sabatha se fetile, Maria wa Magadala, le Maria mma Jakobo, le Salome ba reka dinoko ho ya tlotsa setopo sa Jesu. E sa le hoseng haholo, ka letsatsi le qalang beke, ba tla lebitleng ha letsatsi le tjhaba. Ba ne ba botsana, ba re: “Ke mang ya tla re phikolosetsa lejwe le monyako wa lebitla?” Yare ha ba tadima, ba bona lejwe le se le phikolositswe; le ne le le leholo haholo. Ha ba kena ka lebitleng, ba bona mohlankana ya dutseng ka lehlakoreng le letona, a apere seaparo se sesweu, mme ba makala. Empa yena a re ho bona: “Se makaleng! Le batla Jesu wa Nasaretha ya thakgisitsweng: O tsohile, ha a yo mona. Bonang sebaka seo a neng a beilwe ho sona ke sena. Le mpe le yo bolella barutuwa ba hae le Petrose, le re: O le etella pele ho ya Galelea; le tla mmona teng, jwalokaha a le boleletse! ” Ba tswa lebitleng, ba baleha, hobane ba ne ba thothomela ke letswalo; mme ha ba a ka ba bolella motho le ya mong, hobane ba ne ba tshohile. Hoba Jesu a tsohe kameso, ka letsatsi le qalang beke, a qala ka ho iponahatsa ho Maria wa Magadala, eo a neng a lelekile bademona ba supileng ho yena. Yena a ya tsebisa ba neng ba bile le Jesu, ba neng ba hlomohile, ba lla. Empa ha ba utlwa hore o a phela, mme o bonwe ke Maria, ba se ke ba dumela. Kamora moo, Jesu a iponahatsa ka sebopeho sesele ho ba babedi ba bona, ba neng ba tsamaya naheng. Bao ba ya bolella ba bang, empa le bona ba se ke ba ba ba ba dumela. Hamorao a iponahatsa ho ba leshome le motso o mong, ha ba le dijong. A ba kgalemella ho se dumele ha bona le bothata ba dipelo tsa bona, hobane ha ba a ka ba dumela ba mmoneng a tsohile. A re ho bona: “Eyang lefatsheng lohle, le phatlalletse dibopuwa tsohle molaetsa o molemo. Ya tla dumela, a be a kolobetswe, o tla pholoswa; athe ya sa tlo dumela o tla tsuwa. Dipontsho tse tla felehetsa ba dumetseng ke tsena he: Ba tla leleka bademona ka lebitso la ka, ba bue dipuo tse ntjha, ba tshware dinoha ka matsoho, mme leha ba ka nwa tjhefo efe kapa efe, e ke ke ya ba etsa letho; ba tla bea bakudi matsoho, mme ba tla fola.” Yare hoba Morena Jesu a bue le barutuwa, a nkelwa lehodimong, a dula letsohong le letona la Modimo. Ha e le bona ba tsamaya, ba ruta kahohle, Morena a ntse a sebedisana le bona, a tiisa lentswe ka dipontsho tse le felehetsang. Erekaha ba bangata ba lekile ho ngola ditaba tse etsahetseng hara rona, jwalokaha re di neeleditswe ke ba di boneng ka mahlo ho tloha qalong, mme ba fetoha basebeletsi ba lentswe, le nna, hoba ke fuputse ditaba tseo ka hloko ho tloha tshimolohong, ke fumane ho le molemo ho o ngolla tsona ka tlhatlhamano, Theofile ya kgabane, hore o tsebe bonnete ba ditaba tseo o di rutilweng. Mehleng ya Heroda, kgosi ya Judea, ho ne ho ena le moprista e mong ya bitswang Sakariya, wa sehlopha sa Abiya, mohatsa hae e le e mong wa baradi ba Arone, lebitso la hae e le Elisabetha. Bobedi ba bona ba ne ba lokile pela Modimo, ba tsamaya melaong le ditaelong tsohle tsa Morena, ho se moo ba ka nyatsuwang teng. Feela ba ne ba se na ngwana, hobane Elisabetha e ne e le nyopa, mme bobedi ba bona ba ne ba se ba hodile. Yare ha Sakariya a ntse a sebetsa tsa boprista pela Modimo ka nako e beetsweng sehlopha sa hae, ho ya ka moetlo wa boprista, a kgethwa ka lotho hore a kene ka Tempeleng ya Morena ho kubetsa, mme bongata bohle ba batho bo ne bo rapela kantle ka nako ya ha ho kubetswa. Jwale lengeloi la Morena la iponahatsa ho yena le eme lehlakoreng le letona la aletare ya mokubetso. Ha Sakariya a le bona, a tshoha, a tshwarwa ke tshabo. Empa lengeloi la re ho yena: “Se tshabe, Sakariya, hobane thapelo ya hao e utlwilwe, mohatsa hao Elisabetha o tla o tswalla mora, mme o tla mo rea lebitso la Johanne. E tla ba thabo le nyakallo ho wena, mme ba bangata ba tla thabela tswalo ya hae, hobane o tla ba moholo pela Morena; ha a ka ke a nwa veine leha e le seno se tahang, mme o tla tlala Moya o Halalelang a sa le popelong ya mmae. O tla sokollela ba bangata ba bana ba Iseraele ho Morena Modimo wa bona. O tla etella Morena pele ka moya le ka matla a kang a Elia, ho boelanya dipelo tsa bo-ntata le bana ba bona, le ba sa utlweng, maikutlong a ba lokileng, ho lokisetsa Morena setjhaba se mo lokelang.” Sakariya a re ho lengeloi: “Ke tla tseba taba eo kang, kaha ke hodile, le mohatsa ka a tsofetse?” Lengeloi la mo araba, la re: “Ke nna Gabariele, ya emang kapele ho Modimo, mme ke romilwe ho bua le wena, le ho o bolella molaetsa ona o molemo. Bona, o tla ba semumu, o sitwe ho bua ho fihlela letsatsi leo ditaba tsena di tla etsahala ka lona, hobane ha o a ka wa dumela dipolelo tsa ka, tse tla phethahala ka nako ya tsona.” Batho ba ne ba emetse Sakariya, mme ba makaletse ho dieha ha hae ka Tempeleng. Yare ha a etswa, a se a sitwa ho bua le bona, yaba ba elellwa hore o bone pono ka Tempeleng; yena a ba lekanyetsa, mme a sala e le semumu. Yare ha matsatsi a tshebeletso ya hae a fedile, a boela ha hae. Kamora matsatsi ao Elisabetha, mohatsa hae, a emola, a ipata ka dikgwedi tse hlano, a re: “Morena o entse jwalo ho nna mohla a kgahlilweng ho tlosa sekgobo sa ka hara batho.” Ka kgwedi ya botshelela, lengeloi Gabariele la rongwa ke Modimo motseng wa Galelea o bitswang Nasaretha, ho morwetsana ya lebeleditsweng ke monna ya bitswang Josefa, wa ntlo ya Davida; lebitso la morwetsana e le Maria. Hoba le kene, la re ho yena: “Itumele, mohauhelwa, Morena o na le wena!” A kgathatseha ke polelo eo, mme a ipotsa hore na tumediso eo ke ya mofuta ofe. Lengeloi la re ho yena: “Se tshabe, Maria, hobane o fumane mohau ho Modimo. Bona, o tla emola, o belehe mora, mme o tla mo rea lebitso la Jesu. O tla ba moholo, mme o tla bitswa Mora wa Ya Hodimodimo; Morena Modimo o tla mo fa terone ya ntatae Davida. O tla rena hodima ntlo ya Jakobo ka ho sa feleng, mme borena ba hae bo ke ke ba eba le bofelo.” Maria a re ho lengeloi: “Hoo ho ka etsahala jwang, athe ke sa le morwetsana?” Lengeloi la mo araba, la re: “Moya o Halalelang o tla theohela ho wena, matla a Ya Hodimodimo a be hodima hao; ka baka leo, eo o tla mo tswala o tla bitswa ya Halalelang, Mora wa Modimo. Bona, mong ka wena, Elisabetha le yena o emotse mora botsofading ba hae, mme kgwedi ena ke ya botshelela ho ya neng a bitswa nyopa, hobane ha ho letho leha le le leng le ka sitang Modimo.” Yaba Maria o re: “Ke lekgabunyane la Morena; a ho be jwalo ho nna ho ya ka polelo ya hao!” Yaba lengeloi le tloha ho yena. Jwale matsatsing ao Maria a tloha, a phakisa a ya naheng e maloti, motseng o mong wa Judea. A kena ka tlung ya Sakariya, mme a dumedisa Elisabetha. Eitse ha Elisabetha a utlwa tumediso ya Maria, lesea la tlola ka popelong ya Elisabetha, mme a tlala Moya o Halalelang. A bua ka lentswe le phahameng, a re: “O lehlohonolo hara basadi, ho lehlohonolo le tholwana ya popelo ya hao! Ho ntlela jwang hore ke etelwe ke mma Morena ka? Bona, ha lentswe la hao la tumediso le fihla ditsebeng tsa ka, lesea le ile la tlola ke nyakallo ka popelong ya ka. Ho lehlohonolo wena ya dumetseng, hobane ditaba tseo o di boleletsweng ke Morena di tla phethahala.” Yaba Maria o re: “Pelo ya ka e tlotlisa Morena, moya wa ka o nyakalletse Modimo, Mopholosi wa ka; hobane o ile a tadima ho eiseha ha lekgabunyane la hae. Bonang, ho tloha jwale meloko yohle e tla re nna ke lehlohonolo, hobane Ya Matla o nketseditse tse kgolo, lebitso la hae le a halalela; ka mengwaha le mengwaha o mohau ho ba mo tshabang. O entse tse matla ka tsoho la hae, a qhalanya baikgohomosi le mehopolo ya bona; a theola babusi diteroneng, a phahamisa ba eisehang, a kgorisa ba lapileng ka tse molemo, a kgutlisa ba ruileng ba se na letho, a thusa Iseraele mohlanka wa hae, a mo hopola ka mohau, a hauhela Aborahama le ditloholo tsa hae kamehla yohle, jwalokaha a buile ho bo-ntata rona.” Maria a hlola le Elisabetha kgwedi tse ka bang tharo, a nto kgutlela ha habo. Jwale nako ya Elisabetha ya ho beleha ya fihla, mme a tswala mora. Ba ahisaneng le yena le bang ka yena ba utlwa hore Morena o mo ekeleditse mohau, mme ba thaba le yena. Ka letsatsi la borobedi, ba tla bolotsa ngwana, mme ba re ba mo reella ntatae, Sakariya. Empa mmae a araba, a re: “Tjhe, o tla bitswa Johanne.” Ba re ho yena: “Ha ho le ya mong ho bang ka wena ya bitswang ka lebitso lena.” Ba lekanyetsa ntatae, ba mmotsa hore na ekaba o rata ha ngwana a bitswa mang. Hoba a kope letlapa, a ngola, a re: “Lebitso la hae ke Johanne.” Bohle ba makala. Jwale hanghang molomo wa hae wa buleha, leleme la hae la raroloha, mme a bua, a boka Modimo. Tshabo ya wela bohle ba ahisaneng le yena, mme ditaba tseo kaofela tsa buuwa naheng yohle e maloti, ya Judea, bohle ba di utlwang ba di boloka pelong tsa bona, ba re: “Ekaba ngwana eo e tla ba eng?” Letsoho la Morena le ne le fela le ena le yena. Ntatae Sakariya a tlala Moya o Halalelang, a porofeta, a re: “Ho bokwe Morena, Modimo wa Iseraele, hobane o etetse setjhaba sa hae, a se lopolla. O re hlahiseditse Mopholosi ya matla tlung ya Davida, mohlanka wa hae, jwalokaha a ne a bolele ka molomo wa baporofeta ba hae ba halalelang, ho tloha kgalekgale. O ne a re o tla re pholosa direng tsa rona, le matsohong a bohle ba re hloileng; a etsetse bo-ntata rona mohau, a hopole selekane sa hae se halalelang, e leng kano eo a neng a e hlapanyetse ntata rona Aborahama, ya hore re newe ho mo sebeletsa re se na tshabo, re namoletswe matsohong a dira tsa rona, re halalela, mme re lokile pela hae ka matsatsi wohle a ho phela ha rona. Wena, ngwana o tla bitswa moporofeta wa Ya Hodimodimo, hobane o tla etella Morena pele ho lokisa ditsela tsa hae, o tsebise setjhaba sa hae hore se tla pholoswa ka ho tshwarelwa dibe tsa sona. Ka mohau o moholo wa Modimo wa rona, mafube a tswang hodimo a tla re etela, ho bonesetsa ba dutseng lefifing le moriting wa lefu, le ho re tsamaisa tseleng ya kgotso.” Ngwana a hola, a matlafala moyeng, mme a hlola lefeelleng ho fihlela a hlahiswa ho Iseraele. Mehleng eo ha tswa taelo ya Sesare Augosetose, ya hore batho ba lefatshe lohle ba ngodiswe. Ngodiso ena ya pele e bile teng ha Kireniuse e le mmusisi wa Siria. Bohle ba ya ingodisa, e mong le e mong motseng wa habo. Le Josefa a nyoloha Galelea, motseng wa Nasaretha, a ya Judea, motseng wa Davida o bitswang Betlelehema, hobane yena e ne e le wa ntlo ya Davida le wa leloko la hae. A ingodisa le Maria, eo a mo lebeleditseng, eo e neng e le moimana. Ha ba le moo, nako ya hae ya ho beleha ya fihla, mme a beleha mora wa hae wa letsibolo; a mo phutha ka masela, a mo robatsa ka sejelong, hobane ba ne ba hlokile sebaka tlung ya baeti. Naheng yona eo, ho ne ho ena le badisa ba phelang metebong, ba lebela mehlape ya bona bosiu. Lengeloi la Morena la fihla ho bona, kganya ya Morena ya ba teela hare, mme ba tshaba haholo. Lengeloi la re ho bona: “Se tshabeng. Bonang, ke le bolella molaetsa o molemo wa thabo e kgolo, eo e tla ba ya batho bohle. Kajeno, motseng wa Davida, le tswaletswe Mopholosi, e leng Kreste Morena. Hoo e tla ba pontsho ho lona, ke hore le tla fumana lesea le phuthilweng ka masela, le robetse ka sejelong.” Yaba hanghang lebothohadi la lehodimo le ba le lengeloi leo, le roka Modimo, le re: “Tlotla e be ho Modimo mahodimong a hodimodimo, kgotso e be lefatsheng ho batho ba mo kgahlang!” Hoba mangeloi a tlohe ho bona a kgutlele lehodimong, badisa ba buisana, ba re: “A re yeng Betlelehema, re yo bona taba eo e etsahetseng, eo Morena a re tsebisitseng yona.” Ba ya ka potlako, mme ba fumana Maria le Josefa, le lesea le robetseng ka sejelong. Hoba ba le bone, ba phatlalatsa taba eo ba e boleletsweng ka ngwana eo. Bohle ba utlwang ba makalla tseo ba di bolellwang ke badisa; ha e le Maria, a boloka ditaba tseo tsohle, a di lohotha pelong ya hae. Badisa ba nto kgutla ba ntse ba tlotlisa Modimo, ba mo roka ka ditaba tsohle tseo ba di utlwileng, ba di boneng, jwalokaha ba boleletswe. Ha matsatsi a robedi a hore ngwana a bolotswe a fetile, a rewa lebitso la Jesu, leo a neng a le rewe ke lengeloi a eso emolwe. Ha ho fetile matsatsi a tlhwekiso ya bona ho ya ka Molao wa Moshe, ba isa Jesu Jerusalema ho mo hlahisa pela Morena, jwalokaha ho ngotswe Molaong wa Morena, ho thwe: “Ngwana e mong le e mong e motona wa letsibolo o tla kgethelwa Morena,” le ho tlisa sehlabelo, ho ya ka se boletsweng Molaong wa Morena, e leng maebana-kgorwana a mabedi kapa madinyane a mabedi a maeba. Jwale ho ne ho ena le monna Jerusalema ya bitswang Simeone. Monna eo o ne a lokile, a hlompha Modimo, a lebeletse tshediso ya Iseraele, mme Moya o Halalelang o ne o le ho yena. O ne a senoletswe ke Moya o Halalelang hore a ke ke a shwa a eso bone Motlotsuwa wa Morena. A iswa ke Moya ka Tempeleng, mme ha batswadi ba ngwana Jesu ba mo isa hore ba etse ka yena ho ya ka moetlo wa Molao, Simeone a mo nka a boka Modimo, a re: “Morena, jwale o ka lokolla mohlanka wa hao ka kgotso, ho ya ka polelo ya hao; hobane mahlo a ka a bone ho pholosa ha hao, hoo o ho lokisitseng pontsheng ya ditjhaba tsohle; lesedi le bonesetsang baditjhaba le tlotla ya setjhaba sa hao sa Iseraele.” Ntatae le mmae ba makalla tse bolelwang ka yena. Simeone a ba hlohonolofatsa, mme a re ho Maria, mmae: “Bona, ngwana enwa o baletswe ho wa le ho tsoha ha ba bangata Iseraeleng le ho ba pontsho e tlang ho hanyetswa, hore maikutlo a dipelo tse ngata a senolehe. Le wena ka sebele lerumo le tla o hlaba moya.” Ho ne ho ena le moporofeta wa mosadi, ya bitswang Anna, moradi wa Fanuele, wa leloko la Asere. Anna eo o ne a se a tsofetse haholo, a ile a phela le monna ka dilemo tse supileng ho tloha borwetsaneng ba hae. Ya eba mohlolohadi ho fihlela a eba le dilemo tse mashome a robedi a metso e mene. O na sa tlohe Tempeleng, a sebeletsa Modimo bosiu le motsheare ka ho itima dijo le ka ho rapela. A fihla ka yona nako eo, a boka Modimo, a bua ka Jesu ho bohle ba lebeletseng topollo ya Jerusalema. Ha ba se ba phethile tsohle ka ho ya ka Molao wa Morena, ba kgutlela Galelea, motseng wa habo bona, wa Nasaretha. Ha e le ngwana a nna a hola, a matlafala, a tlala bohlale, mme mohau wa Modimo wa nna wa eba le yena. Batswadi ba Jesu ba ne ba eya Jerusalema ka selemo le selemo, moketeng wa Paseka. Ha a le dilemo tse leshome le metso e mmedi, ba nyolohela teng ho latela moetlo wa mokete. Hoba ba qete matsatsi a mokete, ha ba kgutlela hae, moshanyana Jesu a sala Jerusalema, batswadi ba hae ba sa tsebe. Empa ka ho hopola hore o hara mmidimidi, ba tsamaya leeto la letsatsi, ba nto mmatla hara bang ka bona le hara ba tsebanang le bona. Ha ba sa mo fumane, ba kgutlela Jerusalema ba ntse ba mmatla. Kamora matsatsi a mararo ba mo fumana ka Tempeleng a dutse hara baruti, a ba mametse, a ntse a ba botsa, mme bohle ba mo mametseng ba ne ba hlollwa ke kelello ya hae le dikarabo tsa hae. Ha batswadi ba hae ba mmona, ba tsota, mme mmae a re ho yena: “Ngwana ka, o re etseditseng tjee? Bona, rona le ntatao re ne re ntse re o batla re tshwenyehile.” A re ho bona: “Le ne le mpatlelang? Na le ne le sa tsebe hore ke tshwanetse ho ba mosebetsing wa Ntate?” Empa bona ba se ke ba utlwisisa taba eo a e buileng ho bona. A theoha le bona, a ya Nasaretha, mme a nna a ikokobetsa tlasa bona. Mmae a boloka ditaba tseo tsohle ka pelong ya hae. Jesu a nna a tswela pele bohlaleng, le ho holeng, mme a kgahleha pela Modimo le pela batho. Ka selemo sa leshome le metso e mehlano sa puso ya Sesare Tiberiuse, ha Pontiuse Pilato a busa Judea, Heroda a busa Galelea, Filipi ngwanabo a busa naha ya Ituria le Terakonite, Losaniase a busa Abilene, mehleng ya Baprista ba Baholo Hannase le Kaiafa, lentswe la Modimo la fihlela Johanne, mora Sakariya, a le lefeelleng. A ya tikolohong yohle ya Jorodane a ntse a phatlalatsa tsa kolobetso ya pako e isang tshwarelong ya dibe, jwalokaha ho ngotswe bukeng ya mantswe a moporofeta Esaya, ho thwe: “Lentswe la ya howang feelleng le re: Lokisang mmila wa Morena, le otlolle ditsela tsa hae. Kgohlo e nngwe le e nngwe e tla katwa, thaba ka nngwe le leralla ka leng di bothalatswe, ho kgopamileng ho otlollwe, ditsela tse makukuno di batalatswe, mme batho bohle ba tla bona ho pholosa ha Modimo. ” Jwale a re ho matshwele a tlang ho tla kolobetswa ke yena: “Madinyane a marabe, ke mang ya le boleletseng hore le ka baleha bohale bo tlang? Behang ditholwana tse lokelang pako he, mme le se ke la qala ho re ka ho lona: Re na le ntata rona, Aborahama, hobane ke a le bolella, ke re: Modimo a ka hlahisetsa Aborahama bana le ka majwe ana. Etswe selepe se se se beilwe metsong ya difate; ka baka leo, sefate ka seng se sa beheng ditholwana tse monate se tla rengwa, se lahlelwe mollong.” Matshwele a mmotsa, a re: “Ha ho le jwalo, re etse eng?” A araba, a re: “Ya nang le diaparo tse pedi a fe ya se nang letho, le ya nang le dijo a etse jwalo.” Ha tla le balekgetho ho kolobetswa, ba re ho yena: “Moruti, re etseng?” A re ho bona: “Le se ke la kgafisa ho feta seo le se laetsweng.” Le masole a mmotsa, a re: “Rona re etseng?” A re ho wona: “Le se ka la inkela tsa batho ka mahahapa, leha e le ho ba hatella; le kgotsofalle moputso wa lona.” Erekaha setjhaba se ne se lebeletse, mme bohle ba nahana ka dipelong tsa bona ka Johanne, ba re, esebe ke yena Kreste. Johanne a araba bohle, a re: “Nna ke fela ke le kolobetsa ka metsi, empa ho tla tla ya mphetang ka matla, eo ke sa tshwanelang le ho lokolla leqhwele la meqathatso ya hae. Yena o tla le kolobetsa ka Moya o Halalelang le ka mollo. Ke eo seoloso sa hae se leng letsohong la hae ho hlwekisa seotlo sa hae le ho bokella koro sesiung sa hae, empa mmoko o tla o tjhesa mollong o sa timeng.” A nna a kgothatsa le ka ditaba tse ding tse ngata, a ntse a bolella batho molaetsa o molemo. Hoba Johanne a kgalemelle kgosi Heroda ho inkela Herodiase, mosadi wa ngwanabo, le ho etsa tsohle tse mpe, Heroda a eketsa ka ho kwalla Johanne tjhankaneng. Ha batho bohle ba kolobeditswe, Jesu le yena a kolobetswa. Ha a ntse a rapela lehodimo la buleha, mme Moya o Halalelang wa theohela hodima hae ka sebopeho se kang sa leeba; lentswe la tswa lehodimong, la re: “O Mora wa ka eo ke mo ratang, ya nkgahlang.” Jesu o ne a ka ba dilemo tse mashome a mararo ha a qala ho ruta. Ha ho lekanngwa, e ne e le mora wa Josefa, mora wa Eli, mora wa Matate, mora wa Levi, mora wa Meleki, mora wa Jannai, mora wa Josefa, mora wa Matiteya, mora wa Amose, mora wa Nahume, mora wa Hesele, mora wa Nagai, mora wa Mahate, mora wa Matiteya, mora wa Shimei, mora wa Joseke, mora wa Juda, mora wa Johanne, mora wa Resa, mora wa Sorobabele, mora wa Salatiele, mora wa Neri, mora wa Meleki, mora wa Adi, mora wa Kosame, mora wa Elemadama, mora wa Ere, mora wa Joshua, mora wa Eleesere, mora wa Jorime, mora wa Matate, mora wa Levi, mora wa Simeone, mora wa Juda, mora wa Josefa, mora wa Joname, mora wa Eliakime, mora wa Melea, mora wa Menna, mora wa Matatha, mora wa Nathane, mora wa Davida, mora wa Jese, mora wa Obede, mora wa Boase, mora wa Shela, mora wa Nashone, mora wa Aminadabe, mora wa Arame, mora wa Areni, mora wa Heserone, mora wa Farese, mora wa Juda, mora wa Jakobo, mora wa Isaka, mora wa Aborahama, mora wa Tera, mora wa Nakore, mora wa Seruge, mora wa Ragau, mora wa Pelege, mora wa Ebere, mora wa Shela, mora wa Kainame, mora wa Arepakeshade, mora wa Sema, mora wa Nowe, mora wa Lameke, mora wa Metushela, mora wa Henoke, mora wa Jarede, mora wa Mahalalele, mora wa Kainame, mora wa Enoshe, mora wa Seta, mora wa Adama, mora wa Modimo. Jwale Jesu a kgutla nokeng ya Jorodane a tletse Moya o Halalelang, a tsamaiswa ke Moya feelleng, a ntse a lekwa ke Diabolosi ka matsatsi a mashome a mane. A se ke a ja le letho ka matsatsi ao, mme qetellong ya wona a lapa. Diabolosi a re ho yena: “Ha o le Mora wa Modimo, ere ho lejwe lena le fetohe bohobe!” Jesu a mo araba, a re: “Ho ngotswe, ho thwe: Motho a ke ke a phela ka bohobe feela. ” Hoba a mo nyollele hodimo, a mo supisa mebuso yohle ya lefatshe ka motsotswana. Yaba Diabolosi o re ho yena: “Ke tla o fa matla ana wohle le maruo a mebuso eo, hobane ke e filwe, mme ke e fa mang le mang eo ke ratang ho mo fa yona; ka baka leo, haeba o nkgumamela, e tla ba ya hao yohle.” Jesu a mo araba, a re: “Ho ngotswe, ho thwe: “ O tla kgumamela Morena Modimo wa hao, o sebeletse yena a nnotshi. ” Jwale a mo isa Jerusalema, a mmea tlhorong ya Tempele, a re ho yena: “Ha o le Mora wa Modimo, itihele fatshe ho tloha mona, hobane ho ngotswe, ho thwe: “ O tla laela mangeloi a hae hore a o sireletse, ho bile ho thwe: A tla o kgakeletsa ka diatla, esere leoto la hao la kgoptjwa ke lejwe. ” Jesu a araba, a re ho yena: “Ho itswe: O se ke wa leka Morena Modimo wa hao!” Ha Diabolosi a qetile ho mo leka kahohle a kgaohana le yena ka nakwana. Yaba Jesu a kgutlela Galelea a tletse matla a Moya o Halalelang; botumo ba hae ba phatlalla tikolohong yohle. A ruta matlung a bona a thapelo, a tlotliswa ke bohle. A ya Nasaretha, moo a holetseng teng, mme ho ya ka tlwaelo ya hae a kena ka tlung ya thapelo ka tsatsi la Sabatha, a ema, hore a tle a bale. A neelwa buka ya moporofeta Esaya, mme hoba a e phetle, a fumana moo ho ngotsweng, ho thwe: “Moya wa Morena o hodima ka hobane a ntlotseditse ho bolella mafutsana molaetsa o molemo, o nthometse ho phatlalletsa bathopuwa tsa tokoloho, le difofu hore di tla tutuboloha, le ho lokolla ba hateletsweng, le ho phatlalatsa lemo sa Morena sa mehauhelo.” Hoba a kwale buka, mme a e kgutlisetse ho mothusi, a dula, mme mahlo a bohle ba ka tlung ya thapelo a eba hodima hae. A qala ka ho re ho bona: “Kajeno temana ena ya Mangolo e phethahetse moo le utlwang.” Bohle ba mo paka, ba makalla mantswe a mohau a tswang molomong wa hae, mme ba re: “Ana eo hase mora wa Josefa?” A re ho bona: “Ka sebele le tla mpolella maele ana, le re: Ngaka, iphekole! Tsohle tseo re di utlwileng hore di etsahetse Kaperenauma, di etse le mona motseng wa heno.” Jwale a re: “Ruri ke a le bolella, ke re: Ha ho moporofeta ya amohelehang motseng wa habo. “Kannete ke a le bolella, ho ne ho ena le basadi ba bangata ba bahlolohadi Iseraeleng mehleng ya Elia, pula e sa ne ka dilemo tse tharo le dikgwedi tse tsheletseng, tlala e kgolo e le teng naheng eo yohle. Empa Elia ha a a ka a romelwa le ho ya mong wa bona, haese ho mosadi wa mohlolohadi, Sarepeta, naheng ya Sidone. Ho ne ho bile ho ena le balepera ba bangata Iseraeleng mehleng ya moporofeta Elisha, mme ha ho a ka ha hlwekiswa le ya mong wa bona, haese Mosiria Naamane feela.” Bohle ba ka tlung ya thapelo ba tlala kgalefo ha ba utlwa tsena, ba ba ba ema, ba mo kgarameletsa kantle ho motse, ba mo isa selomong sa thabana eo motse wa bona o hahilweng letswapong la yona, ba re ba a mo dihela, empa yena a phunyeletsa hara bona, a ikela. A theohela Kaperenauma, e leng motse wa Galelea. A ruta e le ka Disabatha, mme batho ba hlollwa ke thuto ya hae, hobane mantswe a hae a ne a ena le matla. Ho ne ho ena le monna ka tlung ya thapelo ya nang le moya o ditshila wa modemona; a howa ka lentswe le matla, a re: “Wee! O re kene kang, Jesu wa Nasaretha? Na o tlile ho re timetsa? Ke a tseba hore na o mang: o Ya Halalelang wa Modimo.” Jesu a mo kgalemela, a re: “Thola! Tswa ho yena!” Yaba modemona o tabanya motho eo fatshe hara batho, o tswa ho yena o sa mo ntsha kotsi. Bohle ba hlollwa, mme ba buisana, ba re: “Taelo ee ke e jwang, hore ebe o laela meya e ditshila ka borena le ka matla, mme e tswe?” Jesu a tumiswa dibakeng tsohle tsa tikoloho eo. Yare hoba a tswe ka tlung ya thapelo, a kena ha Simone. Jwale mohwehadi wa Simone o ne a tshwerwe ke feberu e bohale, yaba ba mo kopela thuso ho Jesu, Jesu a inamela ho yena, a kgalemela feberu, mme ya mo tlohela; a tsoha hanghang, a nto ba sebeletsa. Ha letsatsi le dikela, bohle ba nang le ba kulang ke malwetse a mefutafuta ba ba tlisa ho Jesu; a bea matsoho hodima e mong le e mong wa bona, mme a ba fodisa. Le bademona ba ne ba etswa ho ba bangata, ba ntse ba howa, ba re: “O Mora wa Modimo!” Empa a ba kgalemela, a se ke a ba dumella ho bua, kaha ba ne ba tseba hore ke Kreste. Yare ha bo sele Jesu a tswa, a ya nahathothe, mme matshwele a mmatla, a tla ho yena, a mo thiba, hore a se ke a tloha ho wona. A re ho wona: “Eka kgona le metse e meng ke e bolelle molaetsa o molemo wa Mmuso wa Modimo, hobane ke rometswe hoo.” O ne a ruta ka matlung a thapelo a Judea. Eitse ha letshwele le patisitse Jesu ho mamela lentswe la Modimo, a eme lebopong la letsha la Genesareta, a bona dikepe tse pedi di eme lebopong la letsha, batshwasi ba ditlhapi ba tswile ka ho tsona ba hlatswa matlowa a bona. A kena ka ho se seng sa dikepe, e leng sa Simone, a mo kopa hore a se sesisetse sebakana le lebopo; hoba a dule, a ruta matshwele a le ka sekepeng. Ha a qetile ho bua, a re ho Simone: “Sesisetsa kweetseng, le lepeletse matlowa a lona, le tshwase.” Simone a araba, a re: “Monghadi, re sebeditse ka thata bosiu bohle re sa tshwase letho, empa ho ya ka polelo ya hao ke tla lepeletsa matlowa.” Hoba ba etse jwalo ba tshwasa ditlhapi tse ngata haholo; matlowa a bona a ba a batla a taboha. Ba hwehla balekane ba ka sekepeng se seng hore ba tlo ba thusa; ba tla, mme dikepe tsa tlala bobedi ba tsona, hoo di ileng tsa batla di teba. Ha Simone Petrose a bona hoo, a itihela mangweleng a Jesu, a re: “Morena, tloha ho nna, hobane ke motho wa moetsadibe!” A rialo hobane yena le bohle bao a nang le bona ba hloletswe ka baka la tshwaso ya ditlhapi tseo ba di tshwasitseng. Ha eba jwalo le ho bara ba Sebedea, e leng Jakobo le Johanne, bao e neng e le balekane ba Simone. Jesu a re ho Simone: “Se tshabe; ho tloha jwale o tla ba motshwasi wa batho.” Hoba ba hulele dikepe lebopong, ba tlohela tsohle, mme ba mo latela. Yare ha Jesu a le ho o mong wa metse, monna ya tletseng lepera, ha a mmona, a itihela fatshe ka sefahleho, a mo kopa, a re: “Morena, ha o rata o ka ntlhwekisa.” Jesu a otlolla letsoho, a mo ama, a re: “Ke a rata, hlweka!” Yaba lepera le tloha ho yena hanghang. Jesu a mo laela ho se bolelle motho, a re: “O mpe o yo itlhahisa ho moprista, o nyehelle tlhwekiso ya hao kamoo Moshe a laetseng kateng, e be bopaki ho bona.” Empa taba ya hae ya nna ya phatlalla, mme matshwelehadi a phuthehela ho tla mo mamela le ho fodiswa malwetseng a wona. Yena a ikela nahathothe, mme a rapela. Ka le leng la matsatsi ao, ha Jesu a ntse a ruta, Bafarisi le baruti ba Molao ba tswang motseng o mong le o mong wa Galelea, Judea le Jerusalema, ba ne ba dutse moo. Matla a Morena a ho fodisa a ba teng ho yena. Banna ba nkileng monna ya shweleng ditho ka diphate, ba leka ho mo kenya le ho mmea kapele ho Jesu. Ka ho hloka mokgwa wa ho mo kenya ka baka la letshwele, ba hlwella kahodima ntlo, ba phunya marulelo, ba mo lepelletsa kahare, kapele ho Jesu, a ntse a le diphateng. Ha a bona tumelo ya bona, a re: “Monna, o tshwaretswe dibe tsa hao.” Yaba Ditsebi tsa Molao le Bafarisi ba qala ho buisana, ba re: “Eo ke mang ya nyefolang? Ke mang ya ka tsebang ho tshwarela dibe, haese Modimo a nnotshi na?” Empa Jesu, ka ho tseba mehopolo ya bona, a ba araba, a re: “Le hopolang ka dipelong tsa lona? Ho bonolo ho feta ke hofe, ha e le ho re: O tshwaretswe dibe tsa hao, kapa e le ho re: Ema, o tsamaye? Empa hore le tle le tsebe hore Mora Motho o na le matla lefatsheng a ho tshwarela dibe,” a re ho ya shweleng ditho: “Ke re ho wena: Ema, nka diphate tsa hao, eya tlung ya hao!” Hanghang a ema ba ntse ba mmona, a nka seo a neng a robetse ho sona, a ya tlung ha hae a ntse a tlotlisa Modimo. Yaba bohle ba a hlollwa, ba tlotlisa Modimo, ba tlala tshabo, ba re: “Kajeno re bone dimakatso.” Kamora tsena Jesu a tswa, mme a bona molekgetho ya bitswang Levi a dutse tlung ya lekgetho, a re ho yena: “Ntatele!” A tlohela tsohle, a ema, a mo latela. Levi a mo etsetsa mokete o moholo ka tlung ya hae: ho ne ho ena le sehlophahadi sa balekgetho le ba bang ba dutse ba eja le bona. Bafarisi le Ditsebi tsa bona tsa Molao ba korotlela barutuwa ba Jesu, ba re: “Ke ka lebaka lang ha le eja, mme le enwa le balekgetho le baetsadibe na?” Jesu a ba araba, a re: “Ba sa kuleng ha ba hloke ngaka, empa e hlokwa ke ba kulang. Ha ke a tla ho biletsa ba lokileng pakong, empa baetsadibe.” Jwale ba re ho Jesu: “Barutuwa ba Johanne ba itima dijo kgafetsa, mme ba etsa merapelo, le ba Bafarisi ba etsa jwalo, empa ba hao ba a ja, mme ba a nwa.” Jesu a re ho bona: “Na le ka re baetsana ba itime dijo ha monyadi a ntse a ena le bona? Empa ho tla tla matsatsi ao ka wona monyadi a tla tloswa ho bona, e be hona ba tla itima dijo matsatsing ao.” A ba bolella le setswantsho, a re: “Ha ho ya tabolang setsiba seaparong se setjha, mme a se rokelle seaparong sa kgale, esere seaparo se setjha sa taboha, mme setsiba se setjha sa se ke sa dumellana le seaparo sa kgale. Ha ho ya tshelang veine e ntjha makukeng a kgale, esere veine e ntjha ya phatlola makuka, yona ya qhaleha, makuka a senyeha, empa veine e ntjha e tshwanetse ho tshelwa makukeng a matjha. Ha ho eo ekareng ha a nwele veine ya kgale, ebe o lakatsa e ntjha, hobane o re: Ya kgale e monate ho feta. ” Ha etsahala hore Jesu a fete hara masimo ka Sabatha. Barutuwa ba hae ba kga matshohlo, ba a hohla ka diatla, ba a ja. Ba bang ba Bafarisi ba re: “Le etsetsang ho sa dumellwang ka Sabatha?” Jesu a ba araba, a re: “Na ha le a ka la bala seo Davida a neng a se etse ha a lapile, mmoho le bao a neng a ena le bona; kamoo a neng a kene ka Tlung ya Modimo kateng, mme a nka bohobe bo halalelang, a bo ja, a fa le bao a neng a ena le bona, e leng boo a neng a sa dumellwa ho bo ja, bo jewa ke baprista feela?” A re ho bona: “Mora Motho ke morena wa Sabatha.” Jwale ha etsahala ka Sabatha se seng hore Jesu a kene ka tlung ya thapelo, a rute. Ho ne ho ena le motho teng ya shweleng letsoho le letona. Ditsebi tsa Molao le Bafarisi ba ne ba mo disitse hore na o tla fodisa ka Sabatha, hore ba tle ba fumane lebaka la ho mo qosa. Empa Jesu o ne a tseba mehopolo ya bona, mme a re ho monna ya shweleng letsoho: “Tloo, o eme mona hare!” A tla, a ema. Yaba Jesu o re ho bona: “Ke a le botsa hore na ho a dumellwa ho etsa hantle kapa ho etsa hampe, ho pholosa bophelo kapa ho bo timetsa ka Sabatha?” A ba ya ka mahlo bohle; a re ho yena: “Otlolla letsoho la hao!” A etsa jwalo, yaba letsoho la hae le a fola. Empa bona ba tlalwa ke kgalefo, ba buisana ka seo ba ka se etsang Jesu. Matsatsing ao ha etsahala hore Jesu a tswele thabeng ho ya rapela, mme a sesa bosiu a ntse a rapela Modimo. Ha bo sele, a bitsetsa barutuwa ba hae ho yena, mme a kgetha ba leshome le metso e mmedi hara bona, a ba bitsa baapostola: ke Simone, eo a mo reileng lebitso la Petrose, le Andrease ngwanabo, le Jakobo, le Johanne, le Filipi, le Baretholome, le Matheu, le Thomase, le Jakobo mora Alefiose, le Simone ya bitswang Motjhesehi, le Juda mora Jakobo, le Judase Isekariota ya ileng a fetoha moeki. Hoba a theohe le bona, a ema motsitseng, ho ena le sehlopha se seholo sa barutuwa ba hae, le bongatangata ba setjhaba se tswang Judea yohle, le Jerusalema, le lebopong la Tire le Sidone, ba tlileng ho mo mamela le ho fodiswa malwetseng a bona. Le ba neng ba tshwenngwa ke meya e ditshila ba ne ba fodiswa. Letshwele lohle le ne le batla ho mo ama, hobane matla a ne a etswa ho yena, mme o ne a fodisa bohle. A phahamisetsa mahlo ho barutuwa ba hae, a re: “Ho lehlohonolo lona mafutsana, hobane Mmuso wa Modimo ke wa lona. Ho lehlohonolo lona ba lapileng jwale, hobane le tla kgoriswa. Ho lehlohonolo lona ba llang jwale, hobane le tla tsheha. “Le lehlohonolo ha batho ba le hloya, le ha ba le tebela, ba le hlapaola, ba kgesa lebitso la lona jwaloka hoja le le lebe, ka baka la Mora Motho. “Thabang letsatsing leo, le thenthetse, hobane bonang, moputso wa lona o moholo lehodimong; etswe bo-ntata bona ba entse baporofeta jwalo. “Empa ho madimabe lona barui, hobane le se le amohetse matshediso a lona. Ho madimabe lona ba kgotsheng jwale, hobane le tla lapa. Ho madimabe lona ba tshehang jwale, hobane le tla hlomoha, le lle. “Le madimabe ha batho bohle ba le bua hantle; etswe bo-ntata lona ba entse baporofeta ba bohata jwalo.” “Empa nna ke re ho lona ba mmametseng: Ratang dira tsa lona, etsang ba le hloileng hantle, hlohonolofatsang ba le rohakang, mme le rapelle ba le etsang hampe. Ya o jabelang lerameng, o mo retelletse le lona le leng, mme ya o amohang seaparo, o se ke wa mo hanela le ka kobo. Fa e mong le e mong ya o kopang, mme ya nkang tsa hao, o se ke wa re a di kgutlise. Etsang batho kamoo le ratang hore ba le etse kateng. “Haeba le rata ba le ratang, le ka lokelwa ke teboho efe? Esita le baetsadibe le bona ba rata ba ba ratang. Haeba le etsa hantle ba le etsang hantle, le ka lokelwa ke teboho efe? Esita le baetsadibe ba etsa jwalo. Haeba le adima bao le lebeletseng hore ba le buseletse, le ka lokelwa ke teboho efe? Esita le baetsadibe ba adima baetsadibe, hore ba tle ba buseletswe ho hokaalo. Empa ratang dira tsa lona, le di etse hantle, le adimane le sa lebelle ho buseletswa letho. Moputso wa lona o tla ba moholo, mme le tla ba bana ba Ya Hodimodimo, hobane yena o molemo ho ba hlokang teboho le ho ba kgopo. Ebang le kutlwelobohloko, jwalokaha Ntata lona a ena le kutlwelobohloko. “Se ahloleng ba bang, mme ha le ka ke la ahlolwa; le se tswe ba bang, mme ha le ka ke la tsuwa. Tshwarelang, mme le tla tshwarelwa; fanang, mme le tla fuwa: mekotlaneng ya lona le tla tshellwa haholo, e hlohlwe, e hlokohlwe, e sasamale, hobane le tla lekanyetswa ka tekanyo eo le lekanyang ka yona.” A ba bolella le setshwantsho, a re: “Na sefofu se ka tsamaisa sefofu? Ana di ke ke tsa wela lengopeng bobedi ba tsona? Morutuwa ha a moholo ho moruti wa hae; e mong le e mong ya rutehileng o tla ba jwaloka moruti wa hae. “O tadimelang phatsa e ka leihlong la ngwaneno, empa o sa lemohe sekoqo se ka leihlong la hao? O ka re jwang ho ngwaneno: Ngwaneso, ere ke ntshe phatsa e ka leihlong la hao, wena o sa bone sekoqo se ka leihlong la hao? Moikaketsi, ntsha sekoqo se ka leihlong la hao pele, mme ke hona o tla bona hantle ho ntsha phatsa e ka leihlong la ngwaneno. “Ha ho sefate se monate se behang ditholwana tse mpe, leha e le sefate se sebe se behang ditholwana tse monate. Etswe sefate se seng le se seng se tsejwa ka ditholwana tsa sona, hobane ha ho kgolwe difeiye meutlweng, ebile ha ho kguwe morara hlabahlabaneng. Motho ya molemo o ntsha ho molemo letlotlong le molemo la pelo ya hae, mme e mobe o ntsha ho hobe letlotlong le lebe la pelo ya hae, hobane molomo wa hae o bua se tletseng ka pelong ya hae. “Le mpitsetsang Morena, Morena, athe ha le etse tseo ke di bolelang? Mang le mang ya tlang ho nna, a utlwa dipolelo tsa ka, a di phetha, ke tla le bontsha hore na o tshwana le mang. O tshwana le motho ya hahang ntlo, ya ileng a tjheka, a tebisa, mme a thea motheo hodima letlapa; yare sekgohola ha se fihla, noka ya kgahlela ntlo eo, mme ya sitwa ho e sisinya, hobane e ne e hahilwe hantle. Empa ya utlwang, a sa phethe, o tshwana le motho ya hahileng ntlo hodima mobu, e se na motheo, eo noka e ileng ya e kgahlela, yaba e heleha hanghang, mme tshenyeho ya ntlo eo ya eba kgolo.” Yare ha a qetile ho bolella batho dipolelo tsohle tsa hae, a ya kena Kaperenauma. Jwale mohlanka wa molaodi e mong wa lebotho la ba lekgolo, eo e neng e le wa bohlokwa ho monga hae, o ne a kula, a le makgatheng a ho shwa. Yare hoba molaodi eo a utlwele Jesu, a roma baholo ba Bajuda ho yena, a mo kopa hore a tlo fodisa mohlanka wa hae. Ba fihla ho Jesu ba mo rapela ka matla, ba re: “O lokelwa ke hore o mo etsetse jwalo, hobane o rata setjhaba sa rona, o bile o re hahetse ntlo ya thapelo.” Jesu a ya le bona. Yare ha a se a se hole le ntlo, molaodi wa lebotho la ba lekgolo a roma metswalle, ya re ho yena: “Morena, o se ke wa ikgathatsa, hobane ha ke tshwanelwe ke hore o kene ka tlung ya ka; ka baka leo, ha ke a ka ka iphumana ke lokelwa ke ho tla ho wena; mpe o bue feela, mme mohlanka wa ka o tla fola. Le nna, ke le motho ya laolwang ke ba bang, ke na le bahlabani tlasa ka, mme ha ke re ho enwa, Eya, o a ya, le ho e mong Tloo, o a tla, le ho mohlanka wa ka, Etsa hona, o a etsa.” Ha Jesu a utlwa tsena, a mo makalla, mme a retelehela ho letshwele le mo latetseng, a re: “Ke a le bolella, ha ke eso fumane tumelo e kaalo le Iseraeleng.” Ha ba ronngweng ba fihla hae, ba fumana mohlanka a fodile. Kamora moo Jesu a ya motseng o bitswang Naine, mme barutuwa ba hae le letshwelehadi ba ya le yena. Ha a atamela kgoro ya motse, ha be ho ntshwa mofu motseng, mora ya mong, eo mmae e neng e le mohlolohadi. Letshwelehadi la motse le ne le ena le yena. Yare ha Morena a bona mma mofu, a mo utlwela bohloko, mme a re ho yena: “Se lle!” Jesu a atamela, a ama lempara, mme ba jereng mofu ba ema. Yaba o re: “Mohlankana, ke re ho wena, tsoha!” Mofu a dula, a qala ho bua, mme Jesu a mo nea mmae. Jwale bohle ba tshoha, mme ba tlotlisa Modimo, ba re: “Moporofeta e moholo o teng hara rona.” Hape ba re: “Modimo o etetse setjhaba sa hae.” Yaba taba tsa hae di phatlalla le Judea kaofela le tikolohong yohle. Barutuwa ba Johanne ba mo tsebisa ditaba tseo tsohle. Hoba Johanne a bitse ba babedi ba barutuwa ba hae, a ba roma ho Morena, ho ya re: “Na ke wena ya tla tla, kapa re lebelle e mong?” Yare hoba banna bao ba fihle ho yena, ba re: “Johanne Mokolobetsi o re romile ho wena, a re: Na ke wena ya tla tla, kapa re lebelle e mong? ” Ka nako yona eo o ne a fodisa ba bangata malwetseng, mahlokong le meyeng e mebe, a tutubolla difofu tse ngata. A araba baromuwa bao, a re: “Eyang le tsebise Johanne tseo le di boneng, le tseo le di utlwileng: difofu di boetse di a bona, diritsa di a tsamaya, balepera ba a hlwekiswa, mme bo-tsebetutu ba a utlwa, bafu ba a tsoha, mafutsana a bolellwa molaetsa o molemo; ho lehlohonolo mang le mang ya sa kgopiseheng ka baka la ka.” Yare hoba baromuwa ba Johanne ba tlohe, Jesu a qala ho bolella matshwele ka Johanne, a re: “Le ne le ilo bona eng feelleng? Lehlaka le tsukutlwang ke moya? Hantlentle le ne le ilo bona eng? Motho ya diaparo tse mabokoboko? Ba diaparo di mabokoboko ba phela menateng, ba matlung a mahosi. Ehlile le ne le ilo bona eng? Le ilo bona moporofeta na? E, ke a le bolella: e moholo le ho feta moporofeta. Ke eo ho ngotsweng ka yena, ha thwe: “ Ke romela leqosa la ka ke leo, le tla o etella pele, le o lokisetse tsela. “Ke a le bolella, hara ba tswetsweng ke basadi ha ho ya fetang Johanne ka boholo, empa e monyenyane Mmusong wa Modimo o mo feta ka boholo.” Batho bohle le balekgetho ha ba utlwa ba ile ba ananela ho loka ha Modimo, ba kolobetswa ka kolobetso ya Johanne; ha e le Bafarisi le Ditsebi tsa Molao ba ile ba fetola morero wa Modimo lefeela, ka ho se kolobetswe ke yena. “Ha ho le jwalo batho ba moloko oo, nka ba tshwantsha kang? Ba tshwana le eng? Ba tshwana le bana ba dutseng lebaleng la motse, ba howeletsanang, ba re: “ Re le letseditse diletsa, empa ha le a ka la etsa motjeko; re le binetse kodi-ya-malla, empa ha le a ka la lla. “Etswe Johanne Mokolobetsi o ile a tla a sa je bohobe, a sa nwe veine, mme le re: O na le modemona. Mora Motho o ile a tla a eja, a enwa, mme le re: Motho enwa ke monyollo le letahwa, motswalle wa balekgetho le wa baetsadibe! Empa bohlale ba Modimo bo netefatswa ke bohle ba bo neilweng.” E mong wa Bafarisi a memela Jesu ho ja le yena; a kena ka tlung ha Mofarisi eo, a dula, a ja. Ho ne ho ena le mosadi wa moetsadibe motseng oo. Ha a tseba hore Jesu o dijong ka tlung ha Mofarisi eo, a tlisa pitsana e tshetsweng setlolo, a ema kamorao, maotong a Jesu, a ntse a lla, a qala ho mo tshela maoto ka dikgapha, a a hlakola ka moriri wa hlooho ya hae, a mo aka maoto, a a tlotsa ka setlolo. Ha Mofarisi ya memileng Jesu a bona hoo, a re ka pelong ya hae: “Enwa hojane ke moporofeta, a ka be a tsebile hore na mosadi eo ya mo amang ke mang, ke ya jwang, hobane ke moetsadibe.” Jesu a mo araba, a re: “Simone, ke na le seo ke ratang ho o bolella sona.” Yena a re: “Moruti, se bolele!” “Moadimani e mong o ne a ena le ba babedi ba adimileng ho yena; e mong o ne a le molato wa didenare tse makgolo a mahlano, e mong yena tse mashome a mahlano. Kaha ba ne ba se na seo ba ka mmuseletsang ka sona a ba leballa molato bobedi. Ke ofe ho bona ya tla mo rata ho feta?” Simone a araba, a re: “Ke hopola hore e tla ba eo a mo lebaletseng ho feta.” Jesu a re ho yena: “O ahlotse ka nepo.” Yaba o retelehela ho mosadi, o re ho Simone: “Mosadi eo o a mmona? Ke kene ka tlung ha hao, ha o a mpha metsi a ho hlatswa maoto, empa mosadi enwa o ile a tshela maoto a ka ka dikgapa, a a hlakola ka moriri wa hae. Ha o a nkaka, empa mosadi enwa, haesale ke kena, ha a ka a phetsa ho aka maoto a ka. Ha o a ka wa ntlotsa hlooho ka ole, empa mosadi enwa o ile a tlotsa maoto a ka ka setlolo. Ka baka leo, ke a o bolella: O tshwaretswe dibe tsa hae leha di le ngata, ka hona o bontshitse lerato le leholo; athe ya tshwaretsweng ho honyenyane o rata hanyenyane.” A re ho mosadi: “O tshwaretswe dibe tsa hao.” Ba dutseng le yena ba qala ho re ka dipelong tsa bona: “Enwa ke mang, ya tshwarelang le dibe?” Empa a re ho mosadi: “Tumelo ya hao e o pholositse; eya ka kgotso!” Hamorao Jesu a etela motse le motsana ka mong, a ntse a phatlalatsa, a bolela molaetsa o molemo wa Mmuso wa Modimo. Ba leshome le metso e mmedi ba ne ba ena le yena, le basadi ba bang ba neng ba fodisitswe meya e mebe le malwetse: Maria ya bitswang wa Magadala, eo bademona ba supileng ba tswileng ho yena, le Johanna, mosadi wa Kusase, qhooku ya Heroda, le Susanna, le ba bang ba bangata, ba neng ba thusa Jesu le barutuwa ka tseo ba nang le tsona. Yare ha letshwelehadi le kgobokana, mme batho ba motse ka mong ba etla ho yena, Jesu a bua ka setshwantsho, a re: “Mojadi o ne a tswe ho ya jala peo ya hae. Ha a ntse a jala, e nngwe ya wela ka tseleng, ya hatakelwa, mme dinonyana tsa e ja. E nngwe ya wela mokurutlaneng, mme hoba e mele, ya pona ke ho hloka mongobo. E nngwe ya wela hara meutlwa, mme hoba di hole mmoho, meutlwa ya e bipetsa. E nngwe ya wela mobung a motle, ya mela, ya beha tse lekgolo.” Hoba a rialo a howa, a re: “Ya nang le ditsebe ho utlwa a utlwe!” Jwale barutuwa ba hae ba mmotsa hore na setshwantsho seo se lekanyang? A re: “Lona le neilwe ho tseba diphiri tsa Mmuso wa Modimo, empa ba bang ba neilwe ka ditshwantsho hore, “ leha ba bona, ba se ke ba bona, mme leha ba utlwa, ba se ke ba utlwisisa. ” “Qaqiso ya setshwantsho ke ena: Peo ke lentswe la Modimo. E ka tseleng ke ba utlwang, ebe hamorao ho tla Diabolosi, a tlose lentswe dipelong tsa bona, esere ba dumela, ba pholoswa. E mokurutlaneng ke bao ereng ha ba utlwa, ba amohele lentswe ka thabo, empa ba se na motso; ba dumela ka nakwana, ere nakong ya moleko, ba kwenehe. E wetseng meutlweng, ke ba utlwang, mme kgabareng ba bipetswe ke dikgathatso, maruo le menyaka ya bophelo, mme ha ba fihle ho butsweng. Athe e mobung o motle, ke ba utlwang lentswe, ba le kgomarele ka pelo ya sebele, e molemo, ba behe ditholwana ka mamello. “Ha ho ya hotetsang lebone, a le kwahele ka nkgo, kapa a le bee tlasa bethe, empa o le bea sedulwaneng, hore ba kenang ba tle ba bone lesedi. Ha ho letho le patilweng le ke keng la hlahela, kapa sephiri se ke keng sa tsejwa le ho pepeswa. Ha ho le jwalo, hlokomelang kamoo le utlwang kateng, hobane mang le mang ya nang le letho o tla ekeletswa, empa ya se nang letho o tla amohuwa le seo a hopolang hore o na le sona.” Mma Jesu le bana babo Jesu ba tla ho yena, empa ba sitwa ho fihla ho yena ka baka la letshwele. A tsebiswa, ha thwe: “Mmao le bana beno ba eme kantle, ba rata ho o bona.” Empa a ba araba, a re: “Bao e leng mme le bana beso, ke ba utlwang, ba phethang lentswe la Modimo.” Ka le leng la matsatsi ao, a kena ka sekepeng le barutuwa ba hae, mme a re ho bona: “A re tsheleleng kamose wane ho letsha!” Yaba ba a tshela. Ha ba ntse ba tshela, a kgaleha. Sefefo sa theohela letsheng, sekepe sa qala ho tlala metsi, mme ba ba kotsing. Ba atamela, ba mo tsosa, ba re: “Monghadi, monghadi, re a timela!” A tsoha, a kgalemela moya le maqhubu; yaba di a kgaotsa, mme ha eba le kgutso. Yaba o re ho bona: “Tumelo ya lona e ho kae?” Ba tshoha, ba hlollwa, mme ba botsana, ba re: “Ekaba motho eo ke mang, ya laelang le meya le metsi, mme di mo mamele?” Yaba ba tshelela ka sekepe naheng ya Bagerasa, e malebana le Galelea. Yare ha a tswela lebopong, a kgahlanyetswa ke monna e mong ya tswang motseng, ya neng a ena le bademona, e se e le nako e telele a sa apare letho, a sa dule ka tlung, a mpa a dula mabitleng. Yare ha a bona Jesu, a itihela fatshe pela hae, a re ka lentswe le phahameng: “O nkene kang, Jesu Mora wa Modimo ya hodimodimo? Ke a o rapela, o se ke wa ntlhokofatsa!” Ke hobane Jesu o ne a ile a laela moya o ditshila ho tswa monneng eo. O ne o ye o mo hlasele hangata, a tlangwe ka mahlaahlela le diketane, a lebelwe, empa a kgaole ditlamo tseo, a susumeletswe feelleng ke modemona. Jesu a mmotsa, a re: “Lebitso la hao o mang?” A re: “Ke Lebotho;” kahobane ho ne ho kene bademona ba bangata ka ho yena. Ba mo rapela hore a se ke a ba laela ho ya mohohlong o se nang pheletso. Jwale ho ne ho fula mohlape wa dikolobe tse ngata thabeng; ba rapela Jesu hore a ba dumelle ho kena ka dikolobeng tseo, mme a ba dumella. Bademona ba tswa monneng eo ba kena ka dikolobeng, mme mohlape wa tsubella selomong, wa itihela letsheng, wa kgangwa ke metsi. Badisa, ha ba bona se etsahetseng, ba baleha, ba ya beha motseng le metsaneng. Batho ba tswa ho ya bona se etsahetseng, ba tla ho Jesu, mme ba fumana monna eo bademona ba tswileng ho yena a dutse maotong a Jesu, a apere, kelello ya hae e tsitsitse hantle, mme ba tshoha. Ba boneng ba ba behela kamoo ya neng a ena le bademona a fodisitsweng kateng. Yaba bongata bohle ba tikoloho ya Bagerasa bo kopa Jesu hore a tlohe ho bona, hobane ba ne ba tshohile haholo. A kena ka sekepeng a kgutla. Monna eo bademona ba tswileng ho yena a mo kopa hore a tsamaye le yena, empa Jesu a mo lokolla, a re: “Kgutlela hae, o yo bolela tsohle tseo Modimo a o etseditseng tsona.” Yaba o tloha a eya le motse wohle, a phatlalatsa dintho tseo Jesu a mo etseditseng tsona. Ha Jesu a kgutla, a amohelwa ke letshwele, hobane bohle ba ne ba mo lebeletse. Bonang, ha tla monna ya bitswang Jairuse, e le mookamedi wa ntlo ya thapelo, a itihela fatshe, maotong a Jesu, a mo rapela hore a kene ka tlung ha hae, hobane o ne a ena le moradi ya nnotshi ya ka bang dilemo tse leshome le metso e mmedi, mme moradi eo o ne a le lekgatheng la ho shwa. Jwale ha Jesu a ntse a eya teng, matshwele a penyana ho yena. Ho ne ho ena le mosadi ya qetileng dilemo tse leshome le metso e mmedi, lehatlelo la hae le sa kgaotse, a lefile dingaka ka sohle seo a neng a ena le sona, empa ho se le e nngwe e ka mo phekolang. A tla kamora Jesu, a ama qola ya seaparo sa hae, mme hanghang lehatlelo la hae la kgaotsa. Jesu a re: “Ya nkamileng ke mang?” Yare ha ba latola bohle, Petrose a re: “Monghadi, matshwele a penyane hodima hao, mme a a o patisa.” Empa Jesu a re: “Ho na le ya nkamileng, hobane ke utlwile hore matla a tswile ho nna.” Yare ha mosadi a bona hore ha a ya pateha, a tla ka thothomelo, a itihela fatshe pela hae, a bolela pela setjhaba sohle lebaka leo a mo amileng ka lona, le kamoo a fodisitsweng kateng hanghang. Yaba Jesu o re ho yena: “Moradi, tumelo ya hao e o fodisitse; eya ka kgotso!” Yare a sa ntsane a bua, ha fihla motho ya tswang lapeng la mookamedi wa ntlo ya thapelo, a re: “Moradi wa hao o shwele; o se hlole o kgathatsa moruti!” Empa Jesu ha a utlwa, a re ho Jairuse: “Se tshabe; dumela feela, mme o tla fola.” Yare ha a fihla ka tlung, a se ke a dumella motho ho kena le yena, haese Petrose, Johanne le Jakobo, le ntata ngwanana le mmae. Bohle ba ne ba lla, ba hlomohetse mofu. Jesu a re: “Se lleng, hobane ha a ya shwa, o mpa a robetse.” Ba mo ja ditsheho, kaha ba ne ba tseba hore o shwele. Empa a mo tshwara ka letsoho, a mmitsa, a re: “Ngwanana, tsoha!” Moya wa hae wa kgutla, a tsoha hanghang, mme Jesu a laela hore a fuwe dijo. Batswadi ba hae ba hlollwa; a mpa a ba laya ho se bolelle motho se etsahetseng. Jesu a bitsa ba leshome le metso e mmedi, a ba nea matla le taolo hodima bademona bohle le matla a ho fodisa malwetse, a ba roma ho ya phatlalatsa Mmuso wa Modimo le ho fodisa ba kulang, a re ho bona: “Le se ke la nka letho ha le eta, leha e le lere, leha e le mokotlana, leha e le bohobe, leha e le tjhelete, leha e le diaparo tse pedi motho ka mong. Tlung efe le efe eo le kenang ho yona, le dule teng, ho fihlela le tloha. Ha le etswa motseng oo ba sa le amoheleng ho wona, le hlohlore lerole maotong a lona, e be bopaki bo ba qosang.” Hoba ba tlohe, ba ya le metse ba ntse ba bolela molaetsa o molemo, ba fodisa kahohle. Morena Heroda a utlwa tsohle tse etsahalang, mme a tsieleha hobane ba bang ba ne ba re, Johanne o tsositswe bafung, ba bang ba re, ho hlahile Elia, ba bang ba re, ho tsohile moporofeta e mong wa ba boholoholo. Empa Heroda a re: “Johanne ke mo kgaotse hlooho. Jwale enwa ke mang eo ke utlwang ho bolelwa tse jwalo ka yena?” Yaba o batla ho mmona. Ha baapostola ba kgutlile, ba phetela Jesu tsohle tseo ba di entseng. A ba nka, ba tloha ba le nnotshi, ba lebisa motseng o bitswang Bethesaida. Yare ha matshwele a tseba, a mo latela. Hoba a a amohele, a bua le wona ka Mmuso wa Modimo, a fodisa ba hlokang ho fodiswa. Ha letsatsi le qala ho rapama, ba leshome le metso e mmedi ba atamela, ba re ho yena: “Lokolla letshwele, hore batho ba ye metseng le metsaneng e re teetseng hare, ba robaletse teng, mme ba fumane se jewang, hobane mona re nahathothe.” A re ho bona: “Ba fepeng e le lona!” Empa ba re: “Ha re na letho ntle ho dinkgwa tse hlano le ditlhapi tse pedi feela, haese ha re ka ya rekela batho bana bohle dijo!” E ne e le banna ba ka ba bang kete tse hlano. A re ho barutuwa ba hae: “Ba dudiseng ka dihlopha tsa ba ka bang mashome a mahlano se le seng.” Ba etsa jwalo, ba ba dudisa bohle. Jesu a nka dinkgwa tse hlano le ditlhapi tse pedi, a lelalla lehodimong, a di hlohonolofatsa, a di ngwatha, a di nea barutuwa ho di abela letshwele. Bohle ba eja, ba kgora, mme ha bokellwa diroto tse leshome le metso e mmedi tsa makumane a setseng. Eitse ha Jesu a ntse a rapela boinotshing, barutuwa ba ena le yena, a ba botsa, a re: “Matshwele a re ke mang?” Ba araba, ba re: “Johanne Mokolobetsi; ba bang ba re Elia, empa ba bang ba re moporofeta e mong wa ba boholoholo o tsohile bafung.” A re ho bona: “Empa lona le re ke mang?” Petrose a araba, a re: “O Kreste wa Modimo.” A ba laya, mme a ba laela ho se bolelle motho hona, a re: “Eka kgona Mora Motho a hlokofatswe haholo, a lahlwe ke baholo, le baprista ba baholo, le Ditsebi tsa Molao, mme a bolawe, a nto tsoha bafung ka letsatsi la boraro.” Jwale a re ho bohle: “Haeba motho a rata ho ntshala morao, a itele, a jare sefapano sa hae ka tsatsi le leng le le leng, mme a ntatele. Mang le mang ya ratang ho pholosa bophelo ba hae, bo tla mo lahlehela, empa mang le mang ya tla lahlehlwa ke bophelo ba hae ka baka la ka, o tla bo pholosa. Ebe motho a ka boellwa keng haeba a ka rua lefatshe lohle, empa a lahlehelwa ke bophelo ba hae, kapa a timela? Mang le mang ya tla hlajwa ke dihlong ka baka la ka le dipolelo tsa ka, Mora Motho o tla hlajwa ke dihlong ka baka la hae, ha a etla a le tlotleng ya hae, le ya Ntatae, le ya mangeloi a halalelang. Empa kannete ke a le bolella hore ho na le ba bang ba emeng mona, ba ke keng ba latswa lefu, ba eso ka ba bona Mmuso wa Modimo.” Kamora dipolelo tsena, ha ho fetile matsatsi a ka bang robedi, Jesu a nka Petrose, le Johanne, le Jakobo, a nyolohela thabeng ho ya rapela. Ha a ntse a rapela, a fetoha tshobotsi, diaparo tsa hae tsa eba tshweu, tsa benya. Bonang, banna ba babedi, bao e neng e le Moshe le Elia, ba ne ba buisana le yena, ba iponahatsa tlotleng, ba bua ka lefu la hae leo a seng a tla le shwa Jerusalema. Empa Petrose le ba nang le yena ba ne ba imetswe ke boroko; yare ha ba phaphama, ba bona tlotla ya Jesu le banna ba babedi ba emeng le yena. Ha ba tloha ho yena, Petrose a re ho Jesu: “Monghadi, ke hantle ha re le mona. A re hlomeng maphephe a mararo, le leng e be la hao, le leng e be la Moshe, le leng e be la Elia,” feela a sa tsebe seo a se bolelang. A re a sa rialo, ha tla leru, mme la ba kgurumetsa; ba tshoha ha ba kena lerung. Lentswe la tswa lerung, la re: “Enwa ke Mora wa ka eo ke mo kgethileng; mo mameleng!” Ha lentswe leo le utlwahala, Jesu a fumanwa a se a le mong. Bona ba kgutsa, mme matsatsing ao ba se ke ba tsebisa motho letho la tseo ba di boneng. Ka le hlahlamang ha ba theoha thabeng, letshwelehadi la kgahlanyetsa Jesu. Bonang, monna e mong a howa, a re: “Moruti, ke a o kopa hore o tadime mora wa ka, hobane ke yena a le inotshi. Moya o ye o mo tshware, a tshohe a se a phasoloha, o mo akgehise, a kgethetse makweba, mme o tlohe ka thata ho yena, o mo teteditse. Ke ile ka kopa barutuwa ba hao hore ba o leleke, empa ba hlotswe.” Jesu a araba, a re: “A moloko o sa dumeleng, o kgopo! Ke tla ba le lona, ke le mamelle ho fihlela neneng? Tlisa mora wa hao kwano!” A re a sa atamela, modemona wa tabanya moshanyana fatshe, wa mo akgehisa. Empa Jesu a kgalemela moya oo o ditshila, a fodisa moshanyana, a mo kgutlisetsa ho ntatae. Bohle ba tsota boholo ba Modimo. Yare ha bohle ba makalla tsohle tseo Jesu a di entseng, a re ho barutuwa ba hae: “Lona, mamelang dipolelo tsena ka hloko, hobane Mora Motho o se a tla neelwa matsohong a batho.” Empa ba ne ba sa utlwisise polelo eo, e ba siretse hore ba se ke ba e hlalohanya. Ba tshaba ho mmotsa ka tsa polelo eo. Jwale ha hlaha kgang hara bona, ya hore na ekaba e moholo hara bona ke mang. Jesu, ka ho tseba menahano ya pelo tsa bona, a nka ngwana, a mo emisa pela hae, a re ho bona: “Mang le mang ya amohelang ngwana enwa lebitsong la ka, o a nkamohela, mme ya nkamohelang o amohela ya nthomileng, hobane ya leng monyenyane hara lona bohle, ke yena e moholo.” Johanne a bua, a re: “Monghadi, re bone e mong a leleka bademona ka lebitso la hao, mme ra mo thibela, kahobane a sa o latele jwaloka rona.” Jesu a re ho yena: “Le se ke la mo thibela, hobane ya sa le lwantsheng o eme le lona.” Ha nako ya hae ya ho nkelwa lehodimong e atametse, a ikemisetsa ho leba Jerusalema, mme a roma baromuwa ho mo etella pele. Ba kena motseng o mong wa Basamaria ho mo lokisetsa. Empa ba se ke ba mo amohela, hobane a ne a lebile Jerusalema. Yare ha barutuwa ba hae, Jakobo le Johanne, ba bona hoo, ba re: “Morena, na o rata hore re re mollo o theohe lehodimong, o ba fedise?” Empa Jesu a reteleha a ba kgalemela. Yaba ba ya motseng osele. Ha ba le tseleng, e mong a re ho Jesu: “Ke tla o latela hohle moo o ka yang teng.” Jesu a re ho yena: “Diphokojwe di na le mesima, dinonyana di na le dihlaha, empa Mora Motho ha a na moo a ka samelang hlooho teng.” A re ho e mong: “Ntatele!” Empa eo a re: “Morena, ako ntumelle ke yo pata ntate pele.” Jesu a re ho yena: “Lesa bafu ba pate bafu ba bona, empa wena eya, o phatlalatse Mmuso wa Modimo.” E mong hape a re: “Ke tla o latela, Morena; feela ako ntumelle ke yo dumedisa ba lelapa la ka pele.” Jesu a re ho yena: “Ya beang letsoho mohomeng, empa a hetla tse kamorao, ha a lokele Mmuso wa Modimo.” Kamora tsena Morena a kgetha ba bang ba mashome a supileng a metso e mmedi, a ba roma ka bobedi ho mo etella pele motseng o mong le o mong le sebakeng se seng le se seng moo a neng a hopotse ho ya teng. A re ho bona: “Ruri kotulo e kgolo, empa basebetsi ha ba bakae; ka baka leo, rapelang Monga kotulo hore a romele basebetsi kotulong ya hae. Eyang! Bonang, ke le roma jwaloka dikonyana hara diphiri. Le se ke la nka sepatjhe, leha e le mokotlana, leha e le meqathatso, mme le se ke la dumedisa motho tseleng. “Tlung efe le efe eo le kenang ho yona, le qale ka ho re: Kgotso e be tlung ena! Haeba ngwana kgotso a le teng moo, kgotso ya lona e tla ba le yena, empa ho seng jwalo, e tla kgutlela ho lona. Le dule tlung yona eo, le eja, le enwa le bona seo ba le fang sona, hobane ya sebetsang o lokelwa ke moputso wa hae. Le se ke la ya le matlo. “Motseng ofe le ofe oo le kenang ho wona, mme ba le amohela, le je tse bewang kapela lona, le fodise ba kulang ba ho wona, le re ho bona: Mmuso wa Modimo o se o le fihletse! Empa motseng ofe le ofe oo le kenang ho wona, mme ba sa le amohele, le tswele ditseleng tsa wona, le re: Le lerole la motse wa lona, le re kgomaretseng maotong, re le hlohlorela lona e le bopaki bo le qosang. Feela le tsebe hona, hore Mmuso wa Modimo o se o fihlile. Ke a le bolella hore ka letsatsi leo kahlolo ya Sodoma e tla ba bobebe ho feta ya motse oo.” “O madimabe wena Korasine! O madimabe wena Bethesaida! hobane hoja diketso tse hlollang tse entsweng kahara lona di ne di entswe Tire le Sidone, batho ba teng ba ka be ba bakile kgale, ba apere tse mahwashe, ba dutse moloreng. Empa kahlolong, ditaba tsa Tire le Sidone di tla mamelleha ho feta tsa lona. Na le wena Kaperenauma, “ ebe o tla phahamisetswa lehodimong? O tla dihelwa tlase lebitleng! “Ya le utlwang o a nkutlwa, ya le hanang o a nkgana, mme ya nkganang o hana ya nthomileng.” Jwale ba mashome a supileng a metso e mmedi ba kgutla ka thabo, ba re: “Morena, esita le bademona ba ikokobeletsa rona ka baka la lebitso la hao!” Jesu a re ho bona: “Ke bone Satane a ewa lehodimong jwaloka lehadima. Bonang, ke le neile matla a ho hata dinoha le diphepheng, le a ho hlola matla wohle a sera, mme ha le ka ke la ntshuwa kotsi ke letho. Leha ho le jwalo le se ke la thabela hobane meya e ditshila e ikokobeletsa lona, empa le thabele hobane mabitso a lona a ngotswe mahodimong.” Ka yona nako eo, Jesu a nyakalatswa ke Moya o Halalelang, a re: “Ke a o boka, Ntate, Morena wa lehodimo le wa lefatshe, hobane ditaba tsena o di patetse ba bohlale le ba sedi, mme o di senoletse masea. E, Ntate, hobane o kgahlilwe jwalo. “Ntate o nneile tsohle, mme ha ho ya tsebang hore na Mora ke mang, haese Ntate; le hore na Ntate ke mang, haese Mora, le eo Mora a ratang ho mo senolela yena.” A retelehela ho barutuwa ba le nnotshi, a re: “Ho lehlohonolo mahlo a bonang tseo le di bonang! Ke a le bolella baporofeta ba bangata le mahosi a mangata ba ne ba lakaditse ho bona tseo le di bonang, empa ha ba a ka ba di bona; le ho utlwa tseo le di utlwang, empa ha ba a ka ba di utlwa.” Jwale ha ema Setsebi se seng sa Molao, mme ka ho leka Jesu, sa re: “Moruti, eka kgona ke etseng hore ke rue bophelo bo sa feleng?” Yaba o re ho yena: “Ho ngotsweng Molaong? O o bala jwang?” Yena a araba, a re: “O tla rata Morena Modimo wa hao ka pelo ya hao yohle, le ka moya wa hao wohle, le ka matla a hao wohle, le ka maikutlo a hao wohle, mme o rate le wa heno jwalokaha o ithata.” Jesu a re ho yena: “O arabile hantle. Etsa hoo, mme o tla phela.” Empa yena ka ho rata ho itokafatsa, a re ho Jesu: “Wa heso ke mang?” Jesu a araba, a re: “Motho e mong o ne a theoha Jerusalema a eya Jeriko, mme a wela hara dinokwane tse ileng tsa mo hlobodisa, tsa mo kgakgatha, tsa mo siya a le makgatheng a ho shwa. Ha etsahala hore moprista e mong a theohe ka tsela eo, mme ha a mmona a mo kwekwetla. Ka mokgwa ona oo le Molevi a fihla sebakeng seo, ha a mmona a mo kwekwetla. Empa Mosamaria e mong, ya neng a eta, a fihla teng; ha a mmona a mo utlwela bohloko, a atamela, a tlamella maqeba a hae, a a tshela ka ole le ka veine, a nto mo palamisa pelesa ya hae, a mo isa tlung ya baeti, mme a mo oka. Ka la hosasane, a ntsha denare tse pedi, a di nea monga ntlo ya baeti, a re: Ako mo oke, mme seo o ka se sebedisang kathoko ho sena, ke tla o buseletsa sona ha ke kgutla. “Ho ba bararo bao, o re eo e bileng wa habo motho ya ileng a wela hara dinokwane ke mang na?” A re: “Ke ya ileng a mo etsetsa mohau.” Jesu a re ho yena: “Eya, o etse jwalo le wena!” Yare ha ba ntse ba eya, Jesu a kena motseng o mong; yaba mosadi e mong ya bitswang Maretha o a mo amohela. O ne a ena le ngwanabo ya bitswang Maria, ya neng a dutse maotong a Morena, a mametse seo a se bolelang. Empa Maretha o ne a tshwarehile ke mosebetsi o mongata; jwale a atamela, a re: “Morena, na ha o tsotelle ha ngwaneso a ntlohela ke sebetsa ke le mong? Ako re ho yena a nthuse hle!” Morena a mo araba, a re: “Maretha, Maretha, o a itshwenya, mme o ikgathatsa ka tse ngata, empa ho hlokeha ntho e le nngwe: Maria o ikgethetse se molemo, seo a ke keng a se amohuwa.” Yare hoba Jesu a qete ho rapela a le sebakeng se seng, morutuwa e mong wa hae a re ho yena: “Morena, re rute ho rapela, jwalokaha Johanne a rutile barutuwa ba hae.” A re ho bona: “Ha le rapela, le re: “Ntate, Lebitso la hao le halaletswe; Mmuso wa hao o tle; o re fe ka letsatsi le letsatsi bohobe boo re bo hlokang; o re tshwarele dibe tsa rona, hobane le rona re tshwarela bohle ba re sitelwang; o re phemise ho kena molekong.” A ba a re ho bona: “Ke mang ho lona ya ka bang le motswalle, a ya ho yena ka seroko, a re ho yena: Motswalle, ako nkadime dinkgwa tse tharo, hobane motswalle wa ka ya leetong o mphapohetse, mme ha ke na seo nka mo fang sona. “Yaba eo o araba a le kahare, o re: O se ke wa ntshwenya; monyako o se o notletswe, mme ke se ke robetse le bana ba ka; nke ke ka tsoha ho o fa! Ke a le bolella, leha a ke ke a tsoha ho mo fa ka baka la hobane e le motswalle wa hae, o tla mpe a tsohe a mo fe kamoo a hlokang kateng ka lebaka la qophello ya hae. “Ke re ho lona: Kopang, mme le tla fuwa; batlang, mme le tla fumana; kokotang, mme le tla bulelwa. Mang kapa mang ya kopang o a fuwa, ya batlang o a fumana, ya kokotang o a bulelwa. “Ana ke ntate ofe ho lona, eo ekareng ha mora wa hae a kopa tlhapi, ebe o mo nea noha bakeng sa tlhapi? Kapa haeba a kopa lehe, ebe o mo nea phepheng na? Ha ho le jwalo, ha lona ba kgopo le tseba ho fa bana ba lona dimpho tse molemo, Ntate ya lehodimong o tla fana haholo hakaakang ka Moya o Halalelang ho ba mo kopang!” Jesu o ne a leleka modemona o semumu; yare hoba modemona o tswe, semumu sa bua. Matshwele a makala, empa ba bang ho bona ba re: “O leleka bademona ka Beele-Sebule, morena wa bademona.” Ba bang bona ba mo kopa mohlolo o tswang lehodimong, ka ho mo leka. Empa ka ho tseba mehopolo ya bona, Jesu a re ho bona: “Mmuso o mong le o mong o ikarolang ho itwantsha o fetoha lesupi, le lelapa le ikarolang ho itwantsha, le tla wa. Haeba le Satane a ne a arohane ho itwantsha, mmuso wa hae o ne o tla tiya jwang? Etswe le re, ke leleka bademona ka Beele-Sebule. Haeba nna ke leleka bademona ka Beele-Sebule, bara ba lona, ba ba leleka ka mang? Ka baka leo, e tla ba bona baahlodi ba lona. Empa ha ke leleka bademona ka monwana wa Modimo, ruri Mmuso wa Modimo o fihlile ho lona. “Ha seqhobane se lebela lelapa la sona se hlometse kahohle, thepa ya sona e bolokehile, empa ha ho etla e mong ya se fetang ka matla, a se hlola, o nka dihlomo tsa sona tseo se di tshepileng, a abe tseo a di hapileng. “Ya sa emeng le nna o a ntwantsha, mme ya sa bokelleng le nna o a qhalanya. “Moya o ditshila ha o tswile ho motho, o solla mahwatateng, o batla phomolo, empa ha o sa e fumane, o re: Ke tla kgutlela tlung ya ka moo ke tswileng teng. Jwale ha o fihla, o e fumana e fietswe, e kgabisitswe; ebe o ya lata meya e meng e supileng, e o fetang ka bokgopo, mme e kene, e ahe teng, hoo ditaba tsa motho eo tsa morao di bang mpe ho feta tsa pele.” Eitse ha Jesu a bolela taba tseo, mosadi e mong hara letshwele a phahamisa lentswe, a re ho yena: “Ho lehlohonolo popelo e ileng ya o emola le matswele ao o ileng wa a anya!” Empa Jesu a re: “E, empa haholo ho lehlohonolo ba utlwang lentswe la Modimo, ba le boloke.” Yare ha matshwele a subuhlellana, Jesu a re: “Moloko ona ke moloko o kgopo; o batla sesupo, empa o ke ke wa newa sesupo, haese sesupo sa Jonase. Jwalokaha Jonase e ile ya eba sesupo ho ba Ninife, Mora Motho le yena o tla ba jwalo ho moloko ona. Mofumahadi wa Borwa o tla ema, a qose batho ba moloko ona, a ba ahlole, hobane o ne a tlohe dipheletsong tsa lefatshe ho tla mamela bohlale ba Solomone, empa mona ho teng ho fetang Solomone. Batho ba Ninife ba tla ema, ba qose moloko ona, ba o ahlole, hobane ba ne ba bake ha ba rutwa ke Jonase, empa bonang, mona ho teng ho fetang Jonase. “Ha ho ya hotetsang lebone a le bee sebakeng se patehileng, leha e le katlasa nkgo, empa le bewa sedulwaneng sa lona, hore ba kenang ba bone lesedi. Leihlo la hao ke lebone la mmele. Ha leihlo la hao le hloka sepha, mmele wohle wa hao o tla ba leseding, empa ha le le lebe, le wona mmele wa hao o aparetswe ke lefifi. Ha ho le jwalo o hlokomele hore lesedi le ka ho wena e se be lefifi, hobane ha mmele wa hao wohle o ena le lesedi, o se na karolo le e nngwe e aparetsweng ke lefifi, o tla be o ena le lesedi ka botlalo, jwalokaha lebone le o bonesetsa ka lesedi la lona.” Yare ha a ntse a bua, Mofarisi e mong a mo kopa hore a yo ja le yena; a kena, a ja. Mofarisi eo a mpa a makala ha a bona hore Jesu ha a a ka a itlhatswa a eso je. Morena a re ho yena: “Lona, Bafarisi, le hlwekisa bokantle ba senwelo le ba mohope, empa bokahare ba lona bo tletse meharo le bokgopo. Dithoto ting! Na ya ileng a etsa bokantle hase yena ya entseng le bokahare? Leha ho le jwalo, fanang ka se tswang botebong ba pelo, mme bonang, tsohle di tla be di hlwekile ho lona. “Empa le madimabe, Bafarisi, hobane le ntsha karolo e le nngwe ho tse leshome ya kwena, le lengana, le ya moroho o mong le o mong, athe le tlohela toka le lerato la Modimo. Empa eka kgona ho etswe tsena ho sa tlohelwe tsane. “Le madimabe, Bafarisi, hobane le rata ditulo tse hlomphehang matlung a thapelo, le ditumediso mabaleng a metse. “Le madimabe, hobane le tshwana le mabitla a sa bonahaleng, ao batho ba tsamayang hodima wona ba sa a lemohe.” E mong wa Ditsebi tsa Molao a mo araba, a re: “Moruti, ha o rialo, le rona o a re hlapaola.” Jesu a re: “Le lona le madimabe, Ditsebi tsa Molao, hobane le jarisa batho mejaro e ba imelang, empa lona le sa ame mejaro eo leha e le ka o mong wa menwana ya lona. “Le madimabe, hobane le haha diemahale tsa baporofeta ba bolailweng ke bo-ntata lona. Kahoo le dipaki, mme le dumellana le diketso tsa bo-ntata lona, hobane bona ba ile ba ba bolaya, athe lona le haha diemahale tsa bona. Ka baka leo, Modimo, ka bohlale ba hae, o ile a re: Ke tla ba romela baporofeta le baapostola, mme ba bang ba bona ba tla bolawa, le ho hloriswa, hore madi a baporofeta bohle a tsholotsweng haesale lefatshe le thewa, a tle a batlwe ho moloko ona, ho tloha mading a Abele, ho ya fihla mading a Sakariya, ya ileng a timetswa pakeng tsa aletare le Tempele. E, ke a le bolella, a tla batlwa ho moloko ona. “Le madimabe, Ditsebi tsa Molao, hobane le nkile senotlolo sa tsebo, empa ka bolona ha le a ka la kena, le thibetse ba neng ba kena.” Hoba a tlohe moo, Ditsebi tsa Molao le Bafarisi ba qala ho mo hlonamela hampe, ba leka ho mmuisa tse ngata, ba ntse ba mo tjhehile, hore ba tle ba tshwase ho hong ho ka tswang molomong wa hae. Lekgatheng leo, ha letshwele la batho ba diketekete le bokane, hoo ba neng ba hatellana, Jesu a qala pele ka ho re ho barutuwa ba hae: “Hlokomelang tomoso ya Bafarisi, e leng boikaketsi. Ha ho letho le kwahetsweng le sa tlo kwahollwa, le le patehileng le sa tlo tsejwa. Ka baka leo, tsohle tseo le di buileng lefifing di tla utlwahala leseding, le tseo le di nyenyeleditseng motho tsebeng dikamoreng tse kahare, di tla phatlalatswa dihlohlolong tsa matlo. “Ke a le bolella, metswalle ya ka, le se ke la tshaba ba bolayang mmele, empa kamora moo ba se na letho leo ba ka le etsang hape. Empa ke tla le lemosa eo le ka mo tshabang: Tshabang ya nang le matla a ho lahlela diheleng, ha a se a bolaile! E, ke a le bolella, mo tshabeng! Ana dirobele tse hlano ha di rekiswe disente tse pedi na? Athe Modimo ha a lebale le se seng sa tsona. Esita le diqoba tsa moriri wa hlooho tsa lona di badilwe kaofela. Le se ke la tshaba! Le ba bohlokwa ho feta dirobele tse ngata. “Hape ke a le bolella hore mang le mang ya mpakang pela batho, le Mora Motho o tla mo paka pela mangeloi a Modimo, empa ya ntatolang pela batho o tla latolwa pela mangeloi a Modimo. Mang le mang ya tla bua lentswe le hanyetsang Mora Motho o tla tshwarelwa, empa ya nyefolang Moya o Halalelang a ke ke a tshwarelwa. “Ha ba le hulela pela matlo a thapelo, le pela baahlodi, le babusi, le se ke la itshwenya ka hore na le tla bua jwang kapa eng, kapa le reng, hobane Moya o Halalelang o tla le ruta ka yona nako eo seo eka kgonang le se bue.” E mong wa letshwele a re ho yena: “Moruti, ako re ho ngwaneso a arolelane lefa le nna!” Jesu a re ho yena: “Monna heso, ya mpeileng moahlodi kapa moaroledi wa lona ke mang?” A re ho bona: “Hlokomelang, le pheme meharo yohle, hobane bophelo ba motho ha bo tswe bongateng ba maruo ao a nang le wona.” Jwale a ba bolella setshwantsho, a re: “Tshimo ya morui e mong e ne e behile haholo. A nahana ka pelong ya hae, a re: Ke tla etsang, ha e le moo ke se na moo nka bokellelang dijo tsa ka teng?>*** “Yaba o re: Ke tla etsa hona: Ke tla qhaqholla disiu tsa ka, ke etse tse di fetang ka boholo, ke bokelle teng koro yohle le dijo tsa ka, mme ke tla re ka moyeng wa ka: Ke na le dijo tse ngata, tse bokeletsweng ka dilemo tse ngata; a nke ke phomole, ke je, ke nwe, ke keteke! “Empa Modimo a re ho yena: Lewatla towe, ka bosiu bona o tla amohuwa bophelo ba hao; jwale tseo o di lokisitseng e tla ba tsa mang?>*** “O jwalo ya ipokellelang matlotlo, empa e se morui mahlong a Modimo.” A re ho barutuwa: “Ka baka leo, ke a le bolella, le se ke la itshwenya ka bophelo ba lona, hore na le tla jang, leha e le ka mmele ya lona, hore na le tla aparang, hobane bophelo bo feta dijo, le mmele o feta diaparo. Lemohang makgwaba: Ha a jale, ha a kotule, ha a na ntlo ya polokelo, leha e le sesiu, empa Modimo o a a fepa. Lona le feta dinonyana hakaakang! Ke mang ho lona eo ka ho itshwenya a ka tsebang ho lelefatsa bophelo ba hae leha e le ka motsotswana? Ha ho le jwalo, ha le sitwa ho etsa le ho honyenyane, le itshwenyetsang ka tse ding na? “Ithuteng ka dikgahla hore na di hola jwang: ha di ohle, ha di lohe, empa ke a le bolella, esita le Solomone tlotleng yohle ya hae ha a a ka a apara jwaloka e nngwe ya tsona. Jwale ha Modimo a apesa jwalo jwang bo naheng, bo leng teng kajeno, mme kamoso bo lahlelwe seboping, na a ke ke a le apesa ho feta? Tumelo ya lona e fokola hakaakang! Lona le se ke la batla seo le ka se jang, le seo le ka se nwang, mme le se ke la belaela, hobane tseo tsohle di labalabelwa ke bahedene ba lefatshe, empa Ntata lona o tseba hore le a di hloka. Le mpe le batle Mmuso wa hae, mme tsena le tla di ekeletswa. “Se tshabeng, mohlatswana, hobane Ntata lona o kgahlilwe ke ho le nea Mmuso. Rekisang maruo a lona, mme le thuse mafutsana; iketsetseng mekotlana e sa tsofaleng, letlotlo le sa feleng, mahodimong, moo ho sa atameleng leshodu, leha e le tshwele ho senya, hobane moo letlotlo la lona le leng teng, le pelo tsa lona di tla ba hona teng. “Matheka a lona a tlangwe, le mabone a lona a tuke. Le be jwaloka batho ba lebeletseng hore na monga bona o tla kgutla neng moketeng wa lenyalo, e tle ere ha a fihla, a kokota, ba mmulele kapelepele. Ho lehlohonolo bahlanka bao etlare ha monga bona a fihla, a ba fumane ba fadimehile. Ruri ke a le bolella, ke re: O tla itlama letheka, a ba fepe, a atamele, mme a ba sebeletse. Leha a ka fihla ka seroko, kapa ka dialla, mme a fumana ba fadimehile, ba lehlohonolo bahlanka bao! Empa tsebang hona: Ha monga ntlo a ne a tsebile nako eo leshodu le tla tla ka yona, o ne a ke ke a dumela hore ntlo ya hae e thuuwe. Le lona le itokise, kahobane Mora Motho o tla tla ka nako eo le sa e lebellang.” Jwale Petrose a re: “Morena, na setshwantshong see o bua ka rona, kapa o bua ka bohle?” Morena a re: “Ke ofe mookamedi ya tshepahalang, ya bohlale, eo monga hae a tla mmea hodima basebeletsi ba hae ho ba fa seabo sa dijo ka nako e lokelang? Ho lehlohonolo mohlanka eo etlare ha monga hae a fihla, a mo fumane a etsa jwalo. Kannete ke a le bolella hore o tla mo etsa modisa wa maruo wohle a hae. Empa ha mohlanka eo a re ka pelong ya hae: Monga ka o dieha ho fihla, ebe o qala ho otla bahlanka le makgabunyane, le ho ja, le ho nwa, le ho tahwa, monga mohlanka eo o tla fihla ka letsatsi leo mohlanka a sa le lebellang, le ka nako eo a sa e tsebeng, mme o tla mo kgabelaka, a mo fe kabelo ya hae le ba sa dumeleng. “Empa mohlanka eo ya tsebileng thato ya monga hae, yaba ha a lokise leha e le ho etsa ho ya ka thato eo, o tla shapuwa haholo; athe ha e le ya ileng a etsa tse lokelwang ke kotlo a sa ka a tseba thato ya monga hae, o tla shapuwa hanyenyane. Mang le mang ya neilweng haholo, ho tla batlwa tse ngata ho yena, mme ya tshepetsweng tse ngata o tla botswa ho feta.” “Ke tlile ho akgela mollo lefatsheng, mme ke lakatsa hakaakang hore ebe o se o hotetse! Empa ke na le kolobetso eo ke lokelang ho kolobetswa ka yona, mme ke tla tshwenyeha hakaakang ho fihlela ha e phethehile! Na le hakanya hore ke tlile ho fana ka kgotso lefatsheng? Tjhe, ke a le bolella, ke tlisitse karohano. Ho tloha jwale ba bahlano ba ka tlung e le nngwe ba tla arohana, ba bararo ba lwantshane le ba babedi, ba babedi le ba bararo. “Ntata a lwantshane le mora, mora le ntatae, mma le moradi, moradi le mmae, matsale le ngwetsi, ngwetsi le matsalayo.” Jwale a bolella le matshwele, a re: “Ha le bona leru le nyoloha bophirimela, hanghang le re: Kiriatshwana ke eo, mme ho be jwalo. Ha ho foka moya wa borwa, le ye le re: Ho tla tjhesa, mme ho be jwalo. Baikaketsi ting! Le tseba ho hlalohanya sebopeho sa lefatshe le sa lehodimo, mme ho tla jwang hore le se tsebe ho hlalohanya nako ee? “Keng ha le sa ikahlolele hore na ho tshwanelang ke hofe? Ha o eya le ya o tsekisang ho moahlodi, etsa ka matla ho utlwana le yena le sa ntse le le tseleng, esere mohlomong a o hulela kapela moahlodi, moahlodi a o neela lepolesa, lepolesa la o kgarameletsa tjhankaneng. Ke a o bolella, ha o ka ke wa tswa teng ho fihlela ha o lefile le tjheletana ya ho qetela.” Ka yona nako eo ha fihla ba bang, ba tsebisa Jesu tsa Bagalelea bao Pilato a ileng a tswakanya madi a bona le mahlabelo a bona. A ba araba, a re: “Na le nahana hore Bagalelea bana e ne e le baetsadibe ba fetang Bagalelea ba bang bohle, hobane ba hlokofaditswe jwalo? Tjhe, empa ke a le bolella, haeba le sa bake, le tla timela jwalo bohle. Kapa bale ba leshome le metso e robedi, bao tora e ba wetseng hodimo Silowame, ya ba bolaya, ebe le nahana hore ba ne ba le molato ho feta baahi bohle ba Jerusalema? Tjhe, empa ke a le bolella, haeba le sa bake, le tla timela jwalo bohle.” Jwale a bolela setshwantsho sena: “Motho e mong o ne a ena le sefate sa feiye se lemilweng tshimong ya hae ya morara, yaba o ya batla ditholwana ho sona, mme a se ke a di fumana. A re ho molemi wa morara: Bona, e se e le dilemo tse tharo ke ntse ke etla ke batla ditholwana sefateng sena sa feiye, ke sa di fumane. Se reme! Se otisetsang mobu?>*** “A mo araba, a re: Monghadi, ako se lese le ka selemo sena, seo ka sona ke tla se lemela, ke se tshelle moitedi; mohlomong se tla beha ditholwana nakong e tlang, empa ha ho se jwalo, o tla se rema. ” Jesu o ne a ruta ka ho e nngwe ya matlo a thapelo ka Sabatha. Ho ne ho ena le mosadi ya bileng le moya o mo holofaditseng ka dilemo tse leshome le metso e robedi; o ne a finahane, a sitwa ho inamoloha ho hang. Yare ha Jesu a mmona, a mmitsa, a re ho yena: “Mosadi, o fodisitswe kgolofalong ya hao,” a ba a mmea matsoho; yaba mosadi eo o otloloha hanghang, mme a tlotlisa Modimo. Mookamedi wa ntlo ya thapelo a bua a halefile, hobane Jesu a ile a fodisa ka Sabatha, a re ho letshwele: “Matsatsi a tsheletse ao eka kgonang ho sebetswe ka wona. Ka baka leo, le no tla fodiswa ka wona, e seng ka letsatsi la Sabatha.” Empa Morena a mo araba, a re: “Baikaketsi ting, na e mong le e mong wa lona ha a ke a lokolla pholo ya hae kapa tonki sejelong ka Sabatha, a e ise ho ya nwa na? Mosadi enwa, e leng moradi wa Aborahama, eo Satane a mo tlamileng ka dilemo tse leshome le metso e robedi, na o ne a sa lokele ho lokollwa ditlamong tseo ka letsatsi la Sabatha na?” Ha a rialo, bahanyetsi ba hae bohle ba hlajwa ke dihlong, mme letshwele lohle la thabela tsohle tse tlotlehang, tseo a di etsang. Yaba Jesu o re: “Mmuso wa Modimo o tshwana le eng? Nka o tshwantsha kang? O tshwana le tlhaku ya mosetareta, eo motho a ileng a e nka a e jala serapeng sa hae, ya hola, ya eba sefate, mme dinonyana tse fofang tsa hahela makaleng a sona.” Hape a re: “Nka tshwantsha Mmuso wa Modimo kang? O tshwana le tomoso eo mosadi a ileng a e nka, a e dubella phofong ya koro e tekanyo tse tharo, ho fihlela hlama kaofela e ba e lomoseha.” Jesu a ya le metse le metsana, a ruta, a le leetong la ho ya Jerusalema. Jwale e mong a re ho yena: “Morena, na ba pholoswang ba tla ba mmalwana na?” A re ho bona: “Etsang ka matla ho kena ka monyako o patisaneng, hobane ke a le bolella hore ba bangata ba tla lakatsa ho kena, empa ba tla sitwa. Ha monga ntlo a se a ile a ema, a kwala monyako, mme le qala ho ema kantle le ho kokota monyako, le re: Monghadi, ako re bulele; o tla le araba, a re: Ha ke tsebe hore na le ba hokae. “Le tla qala ho re: Re kile ra ja, ra nwa le wena, wa ruta ditseleng tsa rona. O tla le bolella, a re: Ha ke tsebe hore na le ba hokae. Tlohang ho nna, lona bohle ba etsang bokgopo! “Teng ho tla ba le seboko le ditsikitlano tsa meno, ha le bona Aborahama, le Isaka, le Jakobo, le baporofeta bohle Mmusong wa Modimo, empa lona le lahlelwa kantle. Batho ba tla tswa botjhabela le bophirimela le leboya le borwa, ba be dijong Mmusong wa Modimo. Ke moo ba bang ba ho qetela e tla ba ba pele, le ba bang ba pele e tla ba ba ho qetela.” Ka yona nako eo Bafarisi ba bang ba atamela, ba re ho Jesu: “Tloha mona, o ikele, hobane Heroda o rata ho o bolaya.” A re ho bona: “Eyang, le bolelle phokojwe eo, le re: Bona, kajeno ke leleka bademona, mme ke a fodisa, le hosasane ke tla etsa jwalo, empa ka letsatsi la boraro ke tla be ke qetile. Leha ho le jwalo, eka kgona ke tsamaye kajeno, le hosasane le kamoso, hobane ho ke ke ha etsahala hore moporofeta a bolaelwe kantle ho Jerusalema. “Jerusalema, Jerusalema, wena ya bolayang baporofeta, ya tlepetsang ka majwe ba romilweng ho wena, ke hakae ke lakaditseng ho phutha bana ba hao jwalokaha kgoho e alama ditsuonyana tsa yona tlasa mapheo a yona, empa wa ikganela! Bonang, ntlo ya lona a sala e le dithako. Ha le ka ke la mpona ho fihlela le re: Ho bokwe ya tlang ka lebitso la Morena! ” Eitse ha Jesu a ile dijong tlung ya e mong wa batsamaisi ba Bafarisi ka Sabatha, ba mo disa. Pela hae ho ne ho ena le monna e mong ya kgotsheng seema. Jesu a bua, a re ho Ditsebi tsa Molao le Bafarisi: “Na ho a dumellwa hore ho phekolwe ka Sabatha, kapa tjhe?” Ba kgutsa. Yaba o a mo nka, o a mo fodisa, mme a mo lokolla. A re ho bona: “Na e ka ba mang ho lona, eo ekareng ha ho wetse mora wa hae kapa pholo ya hae sedibeng, a ke keng a ntsha mora kapa pholo kapele ka tsatsi la Sabatha?” Ba sitwa ho arabela ditaba tsena. Jwale Jesu a bolella bamemuwa setshwantsho, ha a lemoha kamoo ba kgethang tulo tse kapele kateng, a re ho bona: “Ha o memilwe ke motho moketeng wa lenyalo, o se ke wa dula ditulong tse kapele, esebe e mong ya o fetang ka ho hlompheha le yena o memilwe, ebe ya le memileng o a tla, o re ho wena: Suthela monna enwa sebaka, ebe moo o qalang ho ya dula ka dihlong tulong tse kamorao. Empa ha o memilwe, eya o dule ditulong tse kamorao, hore ha ya o memileng a etla, a tle a re ho wena: Motswalle, fetela ditulong tse kapele! ebe moo o fumanang hlompho mahlong a ba dutseng le wena, hobane e mong le e mong ya iphahamisang o tla kokobetswa, athe ya ikokobetsang o tla phahamiswa.” Yaba Jesu o re le ho ya mo memileng: “Ha o etsa mokete wa dijo tsa motsheare kapa tsa mantsiboya, o se ke wa mema metswalle ya hao, leha e le bana beno, leha e le bang ka wena, leha e le barui bao o ahisaneng le bona, esere le bona ba boela ba o mema, kgalapa tsa buseletsana. Empa ha o etsa mokete, mema mafutsana, le dihole, le diritsa, le difofu, mme o tla ba lehlohonolo, hobane ba ke ke ba o buseletsa. O tla buseletswa mohla tsoho ya ba lokileng.” Yare ha e mong wa ba memilweng hammoho a utlwa ditaba tseo, a re ho yena: “Ho lehlohonolo ya tla ba moketeng wa dijo Mmusong wa Modimo!” Jesu a re ho yena: “Motho e mong o ile a etsa mokete o moholo wa dijo tsa mantsiboya, mme a mema ba bangata. A roma mohlanka wa hae ka nako ya mokete ho ya re ho bamemuwa: Tloong, tsohle di lokisitswe. “Yaba bohle ba itatola ka bomong ka ho tshwana. Wa pele a re ho yena: Ke rekile setsha, mme ke tlamehile ho ya se bona. Ke a o kopa, o ntatolele. “E mong a re: Ke rekile dipholo tse lekanang joko tse hlano, mme ke sa ya di leka. Ke a o kopa, o ntatolele. “E mong hape a re: Ke tswa nyala mosadi, mme nke ke ka tla ke hona. “Mohlanka a kgutla, a tsebisa monga hae ditaba tseo. Ya eba moo monga ntlo a halefang, a re ho mohlanka wa hae: Phakisa o tswele ditseleng le ditselaneng tsa motse, o tlise kwano mafutsana, le dihole, le difofu, le diritsa. “Mohlanka a re: Monghadi, ke phethile taelo ya hao, feela ho sa na le sebaka. “Monga mohlanka a re ho yena: Tswela ditseleng le meterong, o ba qophelle ba kene, hore ntlo ya ka e tle e tlale, hobane ke a o bolella hore ha ho le ya mong wa banna bane ba neng ba memilwe ya tla latswa dijo tsa ka. ” Matshwelehadi a ne a tsamaya le Jesu, yaba o a reteleha, o re ho wona: “Ha mang kapa mang a etla ho nna, mme a sa hloye ntatae, le mmae, le mosadi, le bana, le bana babo, le kgaitsedie, le bona bophelo ba hae, e ke ke ya eba morutuwa wa ka. Mang kapa mang ya sa nkeng sefapano sa hae, a ntshala morao, e ke ke ya eba morutuwa wa ka. “Ke mang ho lona, eo ereng ha a rata ho haha tora, a sa keng a dule pele ho etsa dikgakanyo tsa ditshenyehelo, ho bona hore o na le seo a ka e qetang ka sona? Esere mohlomong ha a se a theile motheo, mme a hloka matla a ho e phetha, bohle ba bonang ba qala ho mo soma, ba re: Monna enwa o qadile ho haha, empa o sitilwe ho qeta! “Kapa kgosi ke efe, eo ereng ha e ya thulana le kgosi e nngwe ntweng, e sa duleng pele ho imamella hore na ka bahlabani ba kete tse leshome e ka ba le matla a ho kgahlanyetsa e e futuhelang e ena le ba kete tse mashome a mabedi na? Ho seng jwalo, ere eo e sa le hole, e romele maqosa ho phaphatha kgotso. Ka mokgwa o jwalo, e mong le e mong ho lona, ya sa teleng maruo a hae wohle, e ke ke ya eba morutuwa wa ka. “Efela letswai le molemo, empa ha letswai le tapa, le ka tswaifatswa kang? Ha le sa na thuso bakeng sa mobu, leha e le bakeng sa moitedi. Le lahlelwa kantle. “Ya nang le ditsebe ho utlwa a utlwe!” Jwale balekgetho le baetsadibe kaofela ba atamela ho mamela Jesu. Bafarisi le Ditsebi tsa Molao ba korotla, ba re: “Monna enwa o amohela baetsadibe, mme o ja le bona!” Yaba o ba bolella setshwantsho, o re: “Ke ofe hara lona ya nang le dinku tse lekgolo, eo ekareng ha a lahlehetswe ke e nngwe ya tsona, a ke keng a siya tse mashome a robong a metso e robong naheng, a yo batla e lahlehileng, ho fihlela a e fumana? Ha a e fumane, a e jare a thabile, mme ha a fihla hae a bitse metswalle ya hae le ba ahisaneng le yena, a re ho bona: Thabang le nna, hobane ke fumane nku ya ka e neng e lahlehile! Ke a le bolella hore ka baka la moetsadibe a le mong ya bakang, thabo e jwalo e tla ba teng lehodimong, e fetang e bang teng ka baka la ba lokileng ba mashome a robong a metso e robong ba sa hlokeng pako. “Kapa ke ofe mosadi ya nang le didrakema tse leshome, eo ekareng ha a ka lahlehelwa ke drakema e le nngwe, a ke keng a hotetsa lebone, a fiela ntlo, a batla ka tlhokomelo, ho fihlela a e fumana? Ha a e fumane, a bitse metswalle ya hae le ba ahisaneng le yena, a re: Thabang le nna, hobane ke fumane drakema e neng e ntahlehetse! Ke a le bolella hore, ka baka la moetsadibe a le mong ya bakang, thabo e jwalo e teng hara mangeloi a Modimo.” Jesu a re: “Monna e mong o ne a ena le bara ba babedi. E monyenyane a re ho ntatae: Ntate, mphe karolo ya leruo eo e leng ya ka. A ba arolela leruo la hae. “Kamora matsatsi a se makae, mora e monyenyane a bokella tsohle, a fallela lefatsheng le hole, mme teng a hafa leruo la hae ka ho phela habohlaswa. Yare hoba a hafe tsohle, ha wa tlala e kgolo lefatsheng leo, mme a qala ho hloka. A tholwa ke e mong wa baahi ba lefatshe leo, mme eo a mo romela naheng ho ya alosa dikolobe. O ne a bile a lakatsa ho ja ditholwana tsa difate tse jewang ke dikolobe, empa ho se ya mo fang. “Eitse hoba a ikelellwe, a re: Bahiruwa ba bangata hakaakang ba ntate ba jang ba be ba di shebe feela, empa nna mona ke bolawa ke tlala. Ke tla tsamaya, ke ye ho ntate, ke re ho yena: Ntate, ke sitetswe lehodimo le wena: Ha ke sa lokela ho bitswa mora wa hao; ako nketse e mong wa bahiruwa ba hao. A tsamaya, a ya ho ntatae. “Yare a sa le hole ntatae a mmona, a mo utlwela bohloko, a matha, a mo kopa ka molala, a mo aka. “Mora a re ho yena: Ntate, ke sitetswe lehodimo le wena: Ha ke sa lokela ho bitswa mora wa hao. “Empa ntatae a re ho bahlanka ba hae: Phakisang le tlise seaparo se setlesetle, le mo apesa sona, le mo rwese lesale monwaneng, le meqathatso maotong. Hape le tlise namane e nontshitsweng, le e hlabe, re je, mme re keteke, kahobane mora enwa wa ka o ne a shwele, empa o boetse o a phela; o ne a lahlehile, jwale o fumanwe. Yaba ba qala ho keteka. “Mora wa hae e moholo o ne a le naheng. Ha a kgutla, mme a se a atametse ntlo, a utlwa diletsa le motjeko. A bitsa e mong wa bahlanka, a mmotsa, a re: Ho etswang moo?>*** “Eo a re ho yena: Moena hao o fihlile, mme ntatao o mo hlabetse namane e nontshitsweng, kahobane a boetse a mo fumane a sa phela hantle. “A halefa, a hana ho kena. Ntatae a tswa, a mo rapela. Empa a araba, a re ho ntatae: Bona, ke o sebeleditse dilemo tse kanakana, ke bile ke eso ka ke tlola le taelo ya hao, feela ha o eso nnee le potsanyane, hore nke ke keteke le metswalle ya ka, empa ere ha ho fihla enwa mora wa hao, ya jeleng leruo la hao le diotswa, o mo hlabela namane e nontshitsweng! “Ntatae a re ho yena: Ngwana ka, wena o na le nna kamehla, mme tsohle tsa ka ke tsa hao. Ho a lokela hore re keteke, re thabe, kahobane ngwana enwa weno o ne a shwele, empa o boetse o a phela; o ne a lahlehile, jwale o fumanwe. ” Jesu a boela a re ho barutuwa: “Ho ne ho ena le morui ya nang le mookamedi wa ntlo, mme eo a qoswa ho yena, ha thwe o hafa maruo a monga hae. A mmitsa, a re ho yena: Ke utlwa dife ka wena? Neelana ka tsa bookamedi ba hao, hobane ha o ka ke wa hlola o eba mookamedi. “Jwale mookamedi a re ka ho yena: Ke tla etsang, ha e le moo monga ka a nkamoha bookamedi? Ha ke na matla a ho sebetsa ka thata, le teng ke dihlong ho kopa. Ke tseba seo ke tla se etsa, hore batho ba tle ba nkamohele ha bona ha ke se ke ntshitswe bookameding. “A bitsa ba nang le molato ho monga hae ka bomong, a re ho wa pele: O na le molato o mokae ho monga ka?>*** “Eo a re: Ke ditekanyo tse lekgolo tsa ole. “A re ho yena: Nka lengolo la hao la molato, o ngole kapelepele mashome a mahlano. “A ntano re ho e mong: Wena molato wa hao o mokae? “Eo a re: Ke ditekanyo tse lekgolo tsa koro. “A re ho yena: Nka lengolo la hao la molato, o ngole mashome a robedi. “Monga hae a rorisa mookamedi eo ya sa tshepahaleng, kaha a sebeditse ka masene, hobane bana ba lefatshe, molokong wa bona, ba masene ho feta bana ba lesedi. “Nna ke a le bolella: Iketsetseng metswalle ka leruo le sa lokang, hore e tle ere ha le fela, ba le amohele meahong e sa feleng. Ya tshepahalang tabeng e nyenyane o tshepahala le ho e kgolo, mme ya sa tshepahaleng tabeng e nyenyane ha a tshepahale le ho e kgolo. Ha e le moo le sa ka la tshepahala leruong le sa lokang, ke mang ya tla le tshepela la sebele? Ha le bile le sa ka la tshepahala ho seo e leng sa e mong, ke mang ya tla le nea seo e leng sa lona? “Ha ho mohlanka ya ka tsebang ho sebeletsa marena a mabedi, hobane o tla hloya e mong, a rate e mong; kapa o tla kgomarela e mong, a nyedise e mong. Le ke ke la sebeletsa Modimo le Leruo.” Jwale Bafarisi, ba neng ba rata tjhelete, ba utlwa tseo tsohle, mme ba mo soma. Jesu a re ho bona: “Lona le iketsa ba lokileng mahlong a batho, empa Modimo o tseba dipelo tsa lona, hobane ho tlotlehang mahlong a batho ke manyala ho Modimo. “Ho bile le Molao le Baporofeta ho fihlela ho Johanne; ho tloha mohlang oo molaetsa o molemo wa Mmuso wa Modimo o a bolelwa, mme e mong le e mong o o kena ka dikgoka. Ho bonolo hore lehodimo le lefatshe di fele, ho ena le hore letshwaonyana leha le ka ba leng la Molao le hloke matla. “E mong le e mong ya hlalang mosadi wa hae, a nyala e mong, o a feba, mme ya nyalang mosadi ya hladilweng ke monna e mong, o a feba. “Ho ne ho ena le monna e mong wa morui, ya neng a apara diaparo tse perese, tse ntlehadi, a ithabisa ka ho etsa mekete ka tsatsi le leng le le leng. Mofutsana e mong ya bitswang Lasaro o ne a beilwe mathuleng a ntlo ya morui eo, a tletse diso. O ne a lakatsa ho iphepa ka tse wang tafoleng ya morui. Le dintja di ne di etla di nyeka diso tsa hae. “Jwale ha etsahala hore mofutsana a shwe, mme mangeloi a mo nkele sefubeng sa Aborahama. Le morui a shwa, mme a patwa. Ha a phahamisa mahlo a le ditlhokofatsong, Nqalong ya Bafu, a bona Aborahama a le hole, Lasaro a le sefubeng sa hae. Yena a howa, a re: Ntate Aborahama, ako nkutlwele bohloko! Roma Lasaro, hore a qopetse ntlha ya monwana wa hae metsing, a phodise leleme la ka, hobane mollo ona o tjhesa habohloko! “Empa Aborahama a re: Ngwana ka, hopola hore tse molemo tsa hao o di amohetse bophelong ba hao; ka mokgwa o jwalo Lasaro o amohetse tse mpe, empa jwale o tshediswa mona, ha wena o hlokofatswa. Ntle ho tsena tsohle, kgohlo e kgolo e teng pakeng tsa rona le lona, e le hore ba ratang ho tloha mona ba tshelela ho lona ba sitwe, leha e le ba tlohang moo ba tshelela ho rona. “Empa a re: Ha ho le jwalo ke a o kopa, ntate, hore o mo rome tlung ya ntate, hobane ke na le bana beso ba bahlano, a tle a ba laye, esere le bona ba tla sebakeng sena sa tlhokofatso. “Empa Aborahama a re: Ba na le Moshe le Baporofeta; a ba utlwe bona. “A mpa a re: Wee, ntate Aborahama, ha e mong ya tswang bafung a ka ya ho bona, ba tla baka. “Aborahama a re ho yena: Ha ba sa utlwe Moshe le Baporofeta, ha ba ka ke ba kgolwa leha e mong a ka tsoha bafung. ” Jesu a re ho barutuwa ba hae: “Hase ho ka etsahalang hore meleko e se ke ya eba teng, empa ho madimabe eo e tlang ka yena. Ho ka ba molemo ho yena ha a tlamellwa lelwala molaleng, a dihelwa lewatleng, ho ena le hore a dihele e mong wa ba banyenyane bana sebeng. Itlhokomeleng! “Haeba ngwaneno a o sitelwa, mo kgalemele, mme haeba a baka, mo tshwarele. Haeba a o sitelwa hasupa ka letsatsi, a boela ho wena hasupa, a re: Ke bakile, o mo tshwarele.” Baapostola ba re ho Morena: “Re ekeletse tumelo.” Morena a re: “Hojane le na le tumelo e kaalo ka tlhaku ya mosetareta, le ne le ka re ho sefate sena sa monokotshwai: Iphothole, o itlhome lewatleng, mme se ne se ka le mamela. “E ka ba mang ho lona, eo ha a ena le mohlanka ya lemang kapa ya alosang, ha a fihla a etswa naheng, a ka reng ho yena: Tloo kapele, o dule, o je?>*** Na a ke ke a mpa a re ho yena: Ntokisetse dijo, o itlame letheka, o ntshebeletse ho fihlela ke qeta ho ja le ho nwa, mme kamora tsena, o ka ja, wa nwa?>*** Na o ye a lebohe mohlanka hobane a entse tseo a di laetsweng na? Ka mokgwa oo le lona, ha le entse tsohle tseo le di laetsweng, ereng: Re bahlanka ba se nang thuso, re entse seo re neng re tshwanetse ho se etsa. ” Eitse ha Jesu a eya Jerusalema, a feta pakeng tsa Samaria le Galelea. Yare ha a kena motseng o mong, a kgahlana le banna ba balepera ba leshome. Ba ema hojana, ba howeletsa, ba re: “Jesu, Monghadi, ako re utlwele bohloko!” Ha a ba bona a re ho bona: “Eyang, le itlhahise ho baprista.” Ba re ba sa ya, ba fola, ba hlweka. Empa e mong wa bona ha a bona hore o fodile, a kgutla a ntse a tlotlisa Modimo ka lentswe le phahameng, a itihela fatshe ka sefahleho maotong a Jesu, a mo leboha. Yena e ne e le Mosamaria. Jesu a botsa, a re: “Ha ke re ho fodisitswe ba leshome? Ba robong ba kae? Na ha ho ba kgutlileng ho tlotlisa Modimo, haese moditjhaba eo feela na?” Yaba o re ho yena: “Ema, o ikele; tumelo ya hao e o fodisitse.” Yare ha Jesu a botswa ke Bafarisi hore na Mmuso wa Modimo o tla tla neng, a ba araba, a re: “Mmuso wa Modimo ha o tle ka mokgwa o bonwang; hape ho ke be ha thwe: Bonang, o mona, kapa o mane! Mmuso wa Modimo o hara lona.” A re ho barutuwa: “Ho tla tla matsatsi ao ka wona le tla labalabela ho bona le leng la matsatsi a Mora Motho, empa le ke ke la le bona. Ba tla re ho lona: Bonang, o mane! kapa: Bonang, o mona! Le se ke la ya, leha e le ho ba latela. Jwalokaha lehadima le tsekema ho tloha nqa e nngwe tlasa lehodimo, ho ya nqa e nngwe tlasa lehodimo, Mora Motho o tla ba jwalo mohla letsatsi la hae. Empa eka kgona a hlokofatswe haholo pele, a be a lahlwe ke moloko ona. “Jwalokaha ho ne ho etsahale mehleng ya Nowe, ho tla ba jwalo le matsatsing a Mora Motho: batho ba ne ba eja, ba enwa, ba nyala, ba nyadisa, ho fihlela letsatsing leo Nowe a kenang ka arekeng ka lona, mme ho etla morallo, o ba timetsa bohle. “Ka mokgwa wona oo ho ne ho be jwalo mehleng ya Lota: ba ne ba eja, ba enwa, ba reka, ba rekisa, ba lema, ba haha. Empa ka letsatsi leo Lota a neng a tswe Sodoma ka lona, mollo le sebabole tsa na, di etswa lehodimong, tsa ba timetsa bohle. “Ho tla ba jwalo ka letsatsi leo Mora Motho a iponahatsang ka lona. Ka letsatsi leo, ya tla be a le hodima ntlo, mme thepa ya hae e le ka tlung, a se ke a theoha ho ya e nka, le ya leng masimong a se ke a kgutlela hae. Hopolang mosadi wa Lota. Mang le mang ya lekang ho ipolokela bophelo ba hae bo tla mo senyehela, empa eo bo mo senyehelang o tla bo pholosa. Ke a le bolella, ka bosiu boo etlare ba babedi ba le betheng e le nngwe, e mong a nkwe, e mong a siuwe; basadi ba babedi ba tla be ba sila hammoho, e mong a nkwe, e mong a siuwe. Batho ba babedi ba tla be ba le naheng, e mong o tla nkwa, e mong a siuwe.” Ba araba, ba re ho yena: “Hokae, Morena?” A re ho bona: “Moo sefifi se leng teng, le matlaka a tla bokana teng.” Jwale Jesu a ba bolella setshwantsho sa hore eka kgona ba rapele kamehla, mme ba se ke ba kgathala. A re: “Moahlodi ya sa tshabeng Modimo, ya sa reng letho ka motho, o ne a le teng motseng o mong. Ho ne ho ena le mosadi wa mohlolohadi motseng oo, mme o ne a ye a tle ho yena, a re: Nkahlolele ho ya ntsekisang. “A hana ka nako e itseng, empa hamorao a inahana, a re: Leha ke sa tshabe Modimo, le motho ke sa re letho ka yena, feela kahobane mohlolohadi enwa o a nkgathatsa, ke tla mo ahlolela, esere qetellong a nngamola hlooho ka ho nna a etla. ” Yaba Morena o re: “Utlwang seo moahlodi ya sa lokang a se bolelang. Na Modimo ha a na ho ahlolela bakgethwa ba hae ba mo rapelang motsheare le bosiu? Na o tla ba diehela? Ke a le bolella hore o tla ba ahlolela kapelepele. Leha ho le jwalo, na Mora Motho ha a etla, o tla fumana tumelo lefatsheng?” Le ba bang ba neng ba itshepa hore ba lokile, mme ba nyedisa ba bang, Jesu a ba bolella setshwantsho sena, a re: “Banna ba babedi ba ile ba nyolohela Tempeleng ho ya rapela, e mong e le Mofarisi, e mong e le molekgetho. Mofarisi a ema, a rapella ka pelong, a re: Modimo, ke a o leboha ha ke se jwaloka batho ba bang, bao e leng balotsana, ba sa lokang, difebe, kapa leha e le jwaloka molekgetho enwa. Ke itima dijo habedi ka beke; ke ntsha karolo e le nngwe ho ya tsohle tseo ke di fumanang. “Empa molekgetho a ema hojana, a tshaba le ho tadima lehodimong, a itshwabela, a re: Modimo, ako nkgauhele, nna moetsadibe. “Ke a le bolella, enwa o theohetse tlung ya hae a lokafaditswe ho ena le yane, hobane e mong le e mong ya iphahamisang o tla kokobetswa, mme ya ikokobetsang o tla phahamiswa.” Jwale batho ba tlisa le masea ho Jesu hore a tle a a ame, empa ha barutuwa ba bona hoo, ba ba kgalemela. Empa Jesu a a bitsa, a re: “Lesang bana ba tle ho nna, le se ke la ba thibela, hobane Mmuso wa Modimo ke wa ba jwaloka bona. Ruri ke a le bolella, mang le mang ya sa amoheleng Mmuso wa Modimo jwaloka ngwana, ha a ka ke a kena ho wona.” Mmusi e mong a botsa Jesu, a re: “Moruti ya molemo, nka etsa eng hore ke tle ke rue bophelo bo sa feleng?” Jesu a re ho yena: “O mpitsetsang ya molemo? Ha ho ya molemo haese a le mong, e leng Modimo. O tseba ditaelo tse reng: O se ke wa feba; o se ke wa bolaya; o se ke wa utswa; o se ke wa etseletsa motho e mong; hlompha ntatao le mmao. ” A re: “Tsena tsohle ke di bolokile ho tloha botjheng ba ka.” Yare ha Jesu a utlwa hoo, a re ho yena: “O sa haellwa ke ntho e le nngwe: Rekisa tsohle tseo o nang le tsona, o abele mafutsana, mme o tla ba le letlotlo lehodimong, jwale o tle, o ntatele.” Empa ha a utlwa tsena, a swaba haholo, hobane o ne a ruile haholo. Eitse ha Jesu a bona hore o swabile haholo, a re: “Ho thata hakaakang ho barui ho kena Mmusong wa Modimo! Ho bonolo hore kamele e tswe lesobeng la nale, ho ena le hore morui a kene Mmusong wa Modimo.” Ba utlwileng ba re: “Ke mang he, ya ka pholoswang?” Jesu a re: “Tse sitang batho ha di site Modimo.” Yaba Petrose o re: “Bona, rona re tlohetse ding tsa rona, ra o latele.” Jesu a re ho bona: “Ruri ke a le bolella hore ha ho le ya mong ya tlohetseng ntlo, kapa mosadi, kapa bana babo, kapa batswadi, kapa bana, ka baka la Mmuso wa Modimo, eo nakong ena a ke keng a buseletswa haholo, mme mehleng e tlang a amohela bophelo bo sa feleng.” Hoba Jesu a nkele ba leshome le metso e mmedi kathoko, a re ho bona: “Bonang, re nyolohela Jerusalema, mme tsohle tse ngotsweng ke baporofeta ka Mora Motho, di tla phethahala, hobane o tla neelwa baditjhaba, a songwe, a etswe hampe, a tshwelwe ka mathe; hoba ba mo shape, ba tla mmolaya, mme ka letsatsi la boraro o tla tsoha.” Empa ha ba a ka ba utlwisisa letho la ditaba tsena; polelo ena e ne e ba siretse, ba sa utlwisise se bolelwang. Eitse ha Jesu a atamela Jeriko, sefofu se seng sa be se dutse pela tsela, se kopa. Yare ha se utlwa letshwele le feta, sa botsa hore na ekaba hoo keng. Ba se bolella hore Jesu wa Nasaretha o a feta. Yaba se a howa, se re: “Jesu, mora Davida, nkgauhele!” Ba tsamayang kapele ba se kgalemela hore se thole, empa sona sa eketsa ho howa haholo, sa re: “Mora Davida, nkgauhele!” Jesu a ema, a laela hore se tliswe ho yena. Yare hoba se atamele, a se botsa, a re: “O rata ha ke o etsetsa eng?” Sa re: “Morena, nke ke boele ke bone!” Jesu a re ho sona: “Boela o bone! Tumelo ya hao e o fodisitse.” Hanghang sa boela sa bona, mme sa latela Jesu se ntse se tlotlisa Modimo. Batho bohle, ha ba bona hoo, ba rorisa Modimo. Jesu a fihla a phunyeletsa motse wa Jeriko. Ho ne ho ena le monna ya bitswang Sakiya, eo e neng e le hlooho ya balekgetho, e bile e le morui. A rata ho bona hore na Jesu ke mang, empa a sitwa ka baka la letshwele, hobane o ne a le mokgutshwanyane. A mathela pele, a hlwella sefateng sa feiye e hlaha, hore a tle a mmone, kaha a ne a tla feta ka tsela eo. Ha Jesu a fihla sebakeng seo, a lelalla sefateng, a re ho yena: “Sakiya, phakisa o theohe, hobane eka kgona ke hlole tlung ya hao kajeno.” A phakisa a theoha, mme a mo amohela ka thabo. Yare ha ba bona hoo, ba korotla bohle, ba re: “O fapohetse ha monna wa moetsadibe.” Sakiya a ema, a re ho Morena: “Bona, Morena, maruo a ka ke a arolela mafutsana ka lehare, mme eo ke mo amohileng ho hong ka mano ke mmuseletsa hona hane.” Yaba Jesu o re: “Kajeno lelapa lena le fumane pholoho, kaha le yena e le mora wa Aborahama, hobane Mora Motho o tlile ho batla le ho pholosa ba lahlehileng.” Yare ba sa mametse tsena, Jesu a eketsa a bolela setshwantsho, hobane a ne a atametse Jerusalema, mme ba ne ba hopola hore Mmuso wa Modimo o se o tla hlaha kapelepele. Yaba o re: “Monna e mong wa leloko la borena o ne a ye lefatsheng le hole ho ya newa borena, a nto kgutla. Hoba a bitse ba leshome ba bahlanka ba hae, a nea e mong le e mong wa bona mina, a nto re ho bona: Hwebang ka tsona, ho fihlela ke kgutla. “Empa kaha baahi ba naha ya hae ba ne ba mo hloile, ba mo sadisa baromuwa morao, ba re: Ha re rate ha eo a rena hodima rona. “Eitse ha a kgutla, e se e le kgosi, a laela hore bahlanka bane bao a ba neileng tjhelete ba bitsetswe ho yena, hore a tle a tsebe hore na ba fumane phaello e kae ka ho hweba. “Ha tla wa pele, a re: Morena, mina ya hao e tswetse dimina tse leshome. “A re ho yena: O entse hantle, mohlanka ya kgabane, hobane o ile wa tshepahala nthong e nyenyane, busa metse e leshome. “Ha tla wa bobedi, a re: Morena, mina ya hao e tswetse dimina tse hlano. “Ho eo a re: Wena okamela metse e mehlano. “Empa e mong a tla, a re: Morena, bona, mina ya hao, eo ke neng ke e phuthetse leseleng, ke e patile, ke ena. Ke o tshabile, hobane o motho ya thata: o nka seo o sa kang wa se bea, mme o kotula seo o sa kang wa se jala. “A re ho yena: Ke tla o ahlola ka tsa molomo wa hao, mohlanka towe ya kgopo! O tsebile hore ke motho ya thata, ya nkang seo ke sa kang ka se bea, ya kotulang seo ke sa kang ka se jala! Ke hobaneng ha o sa ka wa bea tjhelete ya ka bankeng? Ha ke kgutla nka be ke ile ka e ntsha hammoho le phaello! “A nto re ho ba emeng haufi: Mo amoheng mina eo, le e nee ya nang le dimina tse leshome! “Ba re ho yena: Morena, o se a ena le dimina tse leshome! “Ke a le bolella hore ho tla newa e mong le e mong ya nang le letho, empa ya se nang letho, le seo a nang le sona o tla se amohuwa. Empa dira tsena tsa ka, tse sa kang tsa rata ha ke rena hodima tsona, di tliseng kwano, le di bolaele kapela ka.” Hoba a bolele tsena, a ba etella pele, a nyolohela Jerusalema. Eitse ha a atamela Bethefage le Bethania, pela thaba e bitswang Thaba ya Mehlwaare, a roma ba babedi ba barutuwa, a re: “Eyang motseng o kapele ho lona, oo etlare ha le kena ho wona le fumane petsana e holehilweng, e esong ho palangwe ke motho; le e lokolle, le e tlise mona. Ha motho a ka le botsa, a re: Le e lokollelang? le tla araba tjena: Morena o a e hloka. ” Jwale ba romilweng ba ya, ba fumana ho le jwalokaha a ba boleletse. Ha ba ntse ba lokolla petsana, beng ba yona ba re ho bona: “Le lokollelang petsana eo?” Ba re: “Morena o a e hloka.” Ba tlisa petsana ho Jesu, ba ala diaparo tsa bona hodima yona, ba mo palamisa yona. Ha a ntse a tswela pele, batho ba ala diaparo tsa bona ka tseleng. Ha a atamela, a le motheong wa Thaba ya Mehlwaare, bongata bohle ba barutuwa ba qala ho rorisa Modimo ka mantswe a phahameng bo thabile, ka baka la diketso tsohle tse matla tseo bo di boneng, ba re: “Ho bokwe Kgosi e tlang ka lebitso la Morena! Kgotso e be lehodimong le tlotla mahodimong a hodimodimo!” Yaba ba bang ba Bafarisi ba hara letshwele, ba re ho yena: “Moruti, kgalemela barutuwa ba hao.” A araba, a re: “Ke a le bolella, haeba barutuwa bana ba ka kgutsa, majwe a tla howa.” Ha a ntse a atamela, a bona motse, a o llela, a re: “Hojane le wena o tsebile ka letsatsi lena tse hlahisang kgotso! Empa jwale di siretse mahlo a hao. O tla fihlelwa ke matsatsi, ao ka wona dira tsa hao di tla o etsetsa thibella, di o teele hare, di o patise kahohle, di o ripitle, wena le bana ba hao ba ho wena, mme di ke ke tsa siya lejwe hodima lejwe le leng, hobane o sa ka wa tseba nako eo Modimo a o etetseng ka yona ho o pholosa.” Jesu a kena ka Tempeleng, a qala ho leleka ba rekisang, a re ho bona: “Ho ngotswe, ho thwe: “ Ntlo ya ka e tla ba ntlo ya thapelo, empa lona le e entse lehaha la dinokwane. ” O ne a ruta ka Tempeleng ka tsatsi le leng le le leng. Baprista ba baholo, le Ditsebi tsa Molao, le baetapele ba setjhaba ba ne ba batla ho mo timetsa, empa ba ne ba sa fumane seo ba ka se etsang, hobane batho bohle ba ne ba mo kgomaretse, ba mo mamela. Ka le leng la matsatsi ao, Jesu o ne a ruta batho ka Tempeleng, a ba bolella molaetsa o molemo. Baprista ba baholo le Ditsebi tsa Molao le baholo ba tla ho yena, ba mmotsa, ba re: “Re bolelle hore na ke ka matla afe o etsang tsena, kapa na ya o neileng matla ana ke mang?” A ba araba, a re: “Le nna ke tla le botsa potso, mme le nkarabe: Na kolobetso ya Johanne e ne e etswa lehodimong kapa bathong?” Ba buisana ba le bang, ba re: “Haeba re ka re: Lehodimong, o tla re: Ke ka baka lang le sa kang la mo dumela?>*** Empa haeba re ka re: Bathong, setjhaba sohle se tla re tlepetsa ka majwe, hobane se kgotswe hore Johanne e ne e le moporofeta.” Yaba ba araba ka hore ha ba tsebe moo e neng e etswa teng. Jesu a re ho bona: “Le nna he, ha ke le bolelle hore na ke etsa tsena ka matla afe.” Jwale Jesu a bolella batho setshwantsho sena: “Motho e mong a na a lema tshimo ya morara, a e etsa seahlolo le balemi, mme a eta nako e telele. Ka nako ya teng, a roma mohlanka ho balemi, hore ba tle ba mo nee karolo ya ditholwana tsa tshimo, empa balemi ba mo kgakgatha, ba mo kgutlisa a se na letho. A boela a roma mohlanka e mong, empa le eo ba mo kgakgatha, ba mo tlontlolla, ba mo kgutlisa a se na letho. A eketsa a roma wa boraro, empa le eo ba mo ntsha maqeba, ba mo lahlela kantle. “Jwale monga tshimo a re: Ke tla etsa jwang? Ke tla roma mora wa ka eo ke mo ratang; mohlomong yena ba tla mo hlompha. “Empa ha balemi ba mmona, ba buisana ba le bang, ba re: Enwa ke mojalefa; a re mmolayeng, hore lefa e tle e be la rona. Yaba ba mo lahlela kantle ho tshimo, ba a mmolaya. “Ekaba monga tshimo o tla ba etsa jwang? O tla tla, a timetse balemi bao, tshimo a e nee ba bang.” Yare ha ba utlwa hoo, ba re: “A ho se be jwalo!” A ba tadima, a re: “Sena se ngotsweng ke ho reng: “ Lejwe le lahlilweng ke dihahi le fetohile la mantlha?>*** “E mong le e mong ya welang hodima lejwe leo o tla tamukana, mme le tla silakanya eo le mo welang hodimo.” Ditsebi tsa Molao le baprista ba baholo ba batla ho mo tshwara ka yona nako eo, hobane ba tsebile hore o boletse setshwantsho seo a lekanya bona, empa ba tshaba batho. Ba disa Jesu ka hloko, mme ba roma dihlwela tse iketsang e ka ke batho ba lokileng, hore di tle di mo tshware ka dipuo, di mo neele mmusisi. Tsa mmotsa, tsa re: “Moruti, re a tseba hore seo o se buang le seo o se rutang se nepahetse. Ha o ye ka tshobotsi, empa o ruta tsela ya Modimo ka nnete. Na ho a dumelleha hore re ntshetse Sesare lekgetho kapa tjhe?” Empa a lemoha bophokojwe ba bona, a re ho bona: “Mpontsheng tjhelete ya denare. E na le setshwantsho sa mang le mongolo wa mang?” Ba re: “Ke tsa Sesare.” A re ho bona: “Jwale he, neang Sesare seng sa Sesare le Modimo seng sa Modimo.” Ba sitwa ho mo tshwasa ka dipuo pontsheng ya setjhaba, ba makalla karabo ya hae, mme ba kgutsa. Jwale ha tla ba bang ba Basaduke, ba latolang tsoho ya bafu, ba mmotsa, ba re: “Moruti, Moshe o re ngoletse hore: Ha ngwanabo monna a eshwa a ena le mosadi, a se na bana, ngwanabo mofu a kenele mohlolohadi eo, a tswalle ngwanabo bana. Ho ne ho ena le bara ba motho ba supileng, yaba wa pele o a nyala, mme a shwa a se na bana. Wa bobedi, le wa boraro, le bona ba mo kenela; ka mokgwa o jwalo, ka bosupa ba bona ba eshwa ba sa siye bana. Qetellong le yena mosadi a shwa. Ha ho le jwalo, tsohong ya bafu mosadi e tla ba mohatsa ofe ho bona, kaha e bile mohatsa bona ka bosupa ba bona?” Jesu a re ho bona: “Bana ba lefatshe ba a nyalana, ba a nyadiswa, empa ba nang le tokelo ya ho ba le kabelo tsohong ya bafu mehleng e tlang, bona ha ba nyalane, ha ba nyadiswe. Ba ke ke ba hlola ba eshwa hobane ba tshwana le mangeloi. Ke bana ba Modimo hobane ba tsositswe bafung. Ha e le hore bafu ba tla tsoha, le Moshe o ne a ngole ditabeng tsa sehlahla se meutlwa, moo a reng: Morena ke Modimo wa Aborahama, Modimo wa Isaka, le Modimo wa Jakobo. Modimo hase wa bafu, ke Modimo wa ba phelang, hobane bohle ba phela ka yena.” Ditsebi tse ding tsa Molao tsa araba, tsa re: “Moruti, o buile hantle,” hobane di ne di ke ke tsa beta pelo ho mmotsa letho. Jesu a re ho bona: “Batho ba ka le bolella hore Kreste ke mora wa Davida jwang? Bukeng ya Dipesalema Davida ka boyena o re: “ Morena o itse ho Morena wa ka: Dula ka letsohong la ka le letona, ho fihlela ke bea dira tsa hao katlasa maoto a hao. Ha e le moo Davida a mmitsa Morena, ke mora wa hae jwang?” Ha batho bohle ba ntse ba mametse, Jesu a re ho barutuwa ba hae: “Hlokomelang Ditsebi tsa Molao tse thabelang ho tsamaya di apere diaparo tse phuphuthang, tse ratang ho dumediswa mabaleng a metse, le ditulo tse hlomphehang matlung a thapelo, le ditulo tse kapele meketeng, tse jang matlo a basadi ba bahlolohadi, mme di ntse di etsa dithapelo tse telele ka boikaketsi. Di tla ahlolwa ka ho fetisisa.” Yare ha Jesu a phahamisa mahlo, a bona barui ba nokela dinyehelo tsa bona letloleng la matlotlo. A bona le mosadi e mong wa mohlolohadi, ya futsanehileng, a nokela teng tjheletana tse pedi. Jesu a re: “Kannete ke a le bolella: Mohlolohadi eo ya futsanehileng o noketse ho feta bohle, hobane bao bohle ba noketse dinyehelo ba nkile bonkong, athe yena o noketse seo a se nkileng bohloking, sohle seo a neng a ena le sona, seo a neng a tla phela ka sona.” Yare ha ba bang ba bua ka Tempele, ba re e kgabisitswe ka majwe a matle le ka dinyehelo, Jesu a re: “Ha e le tseo le di bonang, ho tla tla matsatsi ao ka wona ho ke keng ha siuwa lejwe hodima lejwe le leng le sa heletswa.” Ba mmotsa, ba re: “Moruti, dintho tsee di tla etsahala neng? Pontsho e tla ba efe ha tseo di se di tla etsahala?” A re: “Hlokomelang hore le se ke la tshoha le kgeloswa, hobane ba bangata ba tla tla ka lebitso la ka, ba re: Ke nna, ba be ba re: Nako e atametse. Le se ke la ba sala morao. Ha le utlwa mekgosi ya dintwa le meferefere, le se ke la tshoha, hobane eka kgona tseo di etsahale pele, empa bofelo bo ke ke ba eba teng hanghang.” Yaba o re ho bona: “Ditjhaba di tla tsohelana matla, le mebuso e futuhelane. Dibakeng tse ding ho tla ba le ditshisinyeho tse kgolo tsa lefatshe, le mafu a sewa, le ditlala, le matshabeho, le dipontsho tse kgolo tse tswang lehodimong. “Empa pele ho tseo tsohle ba tla le tshwara, ba le hlorise, ba neelane ka lona matlung a thapelo le ditjhankaneng, ba le ise pela mahosi le babusisi ka baka la lebitso la ka. Hona ho tla etsa hore le mpake. Ka hona qetelang ka dipelong tsa lona hore ha le na ho itokisetsa boitshireletso ba lona, hobane ke tla le nea mantswe le bohlale boo bahanyetsi bohle ba lona ba tla sitwa ho bo hanyetsa le ho bo lwantsha. Batswadi ba lona, le bana babo lona, ba tla neelana ka lona, mme ba tla bolaya ba bang ba lona. Bohle ba tla le hloya ka baka la lebitso la ka. Empa ha ho ka ke ha lahleha leha e le qoba e le nngwe ya moriri hloohong tsa lona. Ka tiisetso ya lona le tla ithuela bophelo. “Etlare ha le bona Jerusalema e teelwa hare ke mabotho, le tsebe hore ho ripitlwa ha yona ho atametse. Mohlang oo ba leng Judea ba balehele dithabeng, ba hara motse ba tswe, mme ba naheng ba se ke ba kena ho wona, hobane ke wona matsatsi a phetetso, ho tle ho phethahale tsohle tse ngotsweng. Matsatsing ao ho tla ba madimabe baimana le batswetse. Tlokotsi e tla ba kgolo lefatsheng, le kgalefo ya Modimo setjhabeng sena. Ba tla bolawa ka sabole, ba qhalanyetswe ditjhabeng tsohle e le bathopuwa, mme Jerusalema e tla hatakelwa ke baditjhaba, ho fihlela nako ya bona e fela. “Ho tla ba le dipontsho letsatsing, kgweding, le dinaleding. Lefatsheng ditjhaba di tla ba matswalong le tsielehong ka baka la modumo wa lewatle le maqhubu. Batho ba tla akgeha ke tshabo le tebello ya tse tlang lefatsheng, hobane dinaledi tsa lehodimo di tla tsukutleha. Jwale ba tla bona Mora Motho a etla a le lerung, ka matla le ka tlotla e kgolo. E tle ere ha tsena di qala ho etsahala le pashalle, le phahamise dihlooho, hobane topollo ya lona e atametse.” Jesu a ba bolella setshwantsho, a re: “Tadimang sefate sa feiye le difate tsohle: Ha le di bona di fupa, le tseba ka bolona hore lehlabula le se le le haufi. Ka mokgwa o jwalo le lona, ha le bona tsena di etsahala, le tsebe hore Mmuso wa Modimo o haufi. “Ruri ke a le bolella hore moloko ona ha o ka ke wa fela tsena tsohle di eso etsahale. Lehodimo le lefatshe di tla fela, empa mantswe a ka ha a ka ke a fela. “Itlhokomeleng, esere mohlomong dipelo tsa lona tsa imelwa ke botlofa le botahwa, le matshwenyeho a bophelo bona, mme letsatsi lela la le tsometsa, hobane jwaloka sefi, le tla pitla bohle ba ahileng lefatsheng lohle. Fadimehang ke hona, le rapele ka dinako tsohle, hore le tle le be le matla a ho phonyoha tsena tsohle, tse seng di tla etsahala, le a ho ema pela Mora Motho.” Jesu o ne a ruta ka Tempeleng motsheare, empa bosiu o ne a etswa, a ya hlola thabeng e bitswang Thaba ya Mehlwaare, mme batho bohle ba ne ba tsohella ho yena Tempeleng ho ya mo mamela. Mokete wa bohobe bo sa lomoswang, o bitswang Paseka, o ne o atametse. Kaha baprista ba baholo le Ditsebi tsa Molao ba ne ba tshaba batho, ba batla leqheka la ho bolaya Jesu. Yaba Satane o kena ka ho Judase ya bitswang Isekariota, eo e neng e le e mong wa ba leshome le metso e mmedi. A ya buisana le baprista ba baholo le balaodi ba Tempele kamoo a ka ba neelang yena kateng. Ba thaba, mme ba dumellana le yena ho mo fa tjhelete. A utlwisisa, a ba a batla monyetla wa ho ba neela yena letshwele le le siyo. Jwale ha fihla letsatsi la bohobe bo sa lomoswang, leo konyana ya Paseka e neng eka kgona e hlajwe ka lona. Jesu a roma Petrose le Johanne, a re: “Eyang, le re lokisetse Paseka, hore re tle re e je.” Ba re ho yena: “O rata ha re e lokisetsa kae?” A re ho bona: “Bonang, ha le kena motseng le tla kgahlana le motho ya jereng nkgo ya metsi; mo lateleng ho ya tlung eo a kenang ho yona. Le re ho monga ntlo: Moruti o re ho wena: Kamore e kae, eo nka jelang Paseka ho yona mmoho le barutuwa ba ka?>*** Motho eo o tla le bontsha kamore e kahodimo, e kgolo, e nang le thepa. Le lokisetse Paseka hona teng.” Ba ya, ba fumana ho le jwalokaha a ba boleletse, mme ba lokisetsa Paseka. Nako ha e fihlile, Jesu a qala ho ja le baapostola ba hae. A re ho bona: “Ke lakaditse haholo ho ja Paseka ena le lona, ke eso hlokofatswe, hobane ke a le bolella hore ha nka ke ka e ja ho fihlela e phethahatswa Mmusong wa Modimo.” A nka senwelo, a leboha, a re: “Se nkeng, mme le se sielane, hobane ke a le bolella, ho tloha jwale ha nka ke ka hlola ke enwa se tswang tholwaneng ya morara ho fihlela Mmuso wa Modimo o etla.” A nka bohobe, a leboha, a bo ngwatha, a ba nea bona, a re: “Hona ke mmele wa ka o fanwang ka baka la lona; etsang hona hore le tle le nkgopole.” Ha ba se ba jele, a etsa jwalo le ka senwelo, a re: “Senwelo sena ke selekane se setjha se tiisitsweng ka madi a ka, a tshollelwang lona. Empa bonang, ya nkekang o na le nna mona tafoleng. Ruri Mora Motho o ikela ho ya kamoo ho rerilweng kateng; leha ho le jwalo, ho madimabe motho ya mo ekang.” Ba qala ho botsana hore na ekaba ke ofe ho bona ya tla etsa hona. Kgang ya eba teng hara bona, ya hore na ke ofe ho bona ya ka nkwang e le e moholo. Empa Jesu a re ho bona: “Mahosi a ditjhaba a a di busa, mme ba nang le matla hodima tsona ba bitswa bababalli. Empa ho lona ho se be jwalo; e moholo hara lona a mpe a be jwaloka e monyenyane, mme ya tsamaisang a be jwaloka ya sebeletsang. Ana e moholo ke ofe: Na ke ya jang kapa ya fepang? Na hase ya jang? Hara lona, nna ke jwaloka ya fepang. Lona le ba ileng ba ema le nna ha ke ne ke lekwa. Jwalokaha Ntate a nkgethetse Mmuso, le nna ke le kgethela wona, hore le je, le nwe tafoleng ya ka Mmusong wa ka. Le tla dula diteroneng le ahlole meloko e leshome le metso e mmedi ya Iseraele. “Simone, Simone, bona, Satane o le kopile hore a le hlokole jwaloka koro, empa ke o rapeletse hore o se ke wa fellwa ke tumelo. Jwale wena, ha o se o bakile, o matlafatse bana beno.” Simone a re ho yena: “Morena, ke itokiseditse ho ya le wena tjhankaneng le lefung.” Empa Jesu a re: “Petrose, ke a o bolella hore kajeno, pele mokoko o lla, o tla be o se o ntatotse hararo, o re ha o ntsebe.” Jesu a re ho bona: “Ha ke ne ke le romile le se na sepatjhe, mokotla, le meqathatso, na le ile la haellwa ke letho?” Ba re: “Le letho.” A re ho bona: “Empa jwale, ya nang le sepatjhe a se nke, le wona mokotla ka mokgwa o jwalo. Ya hlokang sabole a rekise seaparo sa hae, a e reke. Ke a le bolella hore se ngotsweng, se reng: O baleletswe le baetsadibe, eka kgona se phethahale ho nna, hobane se ngotsweng ka nna se tla phethahala.” Yaba ba re: “Morena, bona, disabole tse pedi ke tsena.” A re ho bona: “Ho lekane.” Jesu a tswa, a ya Thabeng ya Mehlwaare ka tlwaelo ya hae, mme barutuwa ba hae ba mo latela. Yare ha a fihla sebakeng seo, a re ho bona: “Rapelang, hore le se kene molekong.” A sutha pela bona, sebaka se ka bang kaa ka sa lejwe ha le betswa, mme a kgumama, a rapela, a re: “Ntate, ha o rata, ako tlose senwelo sena ho nna; feela ho etswe thato ya hao, e seng ya ka.” Lengeloi la hlaha ho yena le etswa lehodimong, la mo matlafatsa. Ha a le ditlallong tsa lefu a rapela ka ho fetisisa, mme mofufutso wa hae wa eba jwaloka marothodi a madi a rothelang fatshe. Ha a rapetse a ya ho barutuwa, a ba fumana ba kgalehile ke maswabi, mme a re ho bona: “Le robaletseng? Tsohang le rapele, hore le se kene molekong.” Yare Jesu a sa bua, ha hlaha letshwele, mme e mong wa ba leshome le metso e mmedi ya bitswang Judase, o ne a le eteletse pele. Yaba o atamela ho Jesu, hore a mo ake. Jesu a re ho yena: “Judase, na o ka eka Mora Motho ka kako na?” Yare ha ba potapotileng Jesu ba bona se tla etsahala, ba re: “Morena, re ba hlathe ka sabole?” Yaba e mong wa bona o se a hlatha mohlanka wa Moprista e Moholo, a mo poma tsebe ya letsoho le letona. Jesu a re: “Tlohelang, ho lekane!” Yaba o ama tsebe ya hae, o a mo fodisa. Jwale Jesu a re ho baprista ba baholo le balaodi ba Tempele ba tlileng ho mo tshwara: “Na ebe ke senokwane ha le tlile ka disabole le dikoto tjee? Ke ne ke ntse ke ena le lona ka matsatsi wohle ka Tempeleng, ha le a ka la ntshwara! Empa nako ena ke ya lona le ya Matla a Lefifi.” Yare hoba ba mo tshware, ba mo isa ha Moprista e Moholo. Petrose a latela a le sebakana. Ha ba se ba besitse mollo hara lebala, mme ba dutse hammoho, Petrose a dula hara bona. Lekgabunyane le leng ha le mmona a dutse mollong, la mo tadimisisa, la re: “Le enwa o ne a ena le yena.” Empa a latola, a re: “Hela mosadi, ha ke mo tsebe!” Ho se hokae e mong a mmona, a re: “Le wena o wa bona.” Petrose a re: “He, monna, ha ke yena!” Ha ho fetile nako e ka bang hora, e mong hape a tiisa, a re: “Kannete le enwa o ne a ena le yena, etswe ke Mogalelea.” Empa Petrose a re: “Hela, monna, ha ke tsebe seo o se bolelang.” Hanghang, a sa bua, mokoko wa lla. Yaba Morena o a reteleha, o tadima Petrose, mme Petrose a hopola polelo ya Morena, kamoo a ileng a re ho yena kateng: “Kajeno, pele mokoko o lla, o tla be o se o ntatotse hararo.” A tswela kantle a lla habohloko. Banna ba tshwereng Jesu ba mo soma, ba mo otla. Ba ne ba mo kgurumetsa sefahleho, ba mmotsa, ba re: “Porofeta! Ke mang ya o otlileng?” Ba mmuela le tse ding tse ngata ka ho mo nyefola. Ha bo sele, lekgotla la baholo ba setjhaba la phutheha, le baprista ba baholo le Ditsebi tsa Molao. Ba tlisa Jesu kgotleng la bona, ba re: “Haeba o le Kreste, re bolelle.” A re ho bona: “Ha nka le bolella, ha le ka ke la ntumela, mme ha nka le botsa, ha le ka ke la nkaraba. Empa ho tloha jwale, Mora Motho o tla dula ka letsohong le letona la Modimo ya matla wohle.” Jwale bohle ba re: “Ha ho le jwalo, na o Mora wa Modimo?” Yena a re ho bona: “Le a bolela, ke yena.” Ba re: “Re sa hloka bopaki ba eng? Re ikutlwetse molomong wa hae.” Yaba lekgotla lohle le a ema, mme le mo isa ho Pilato. La qala ho mo qosa, la re: “Re fumane monna enwa a kgelosa setjhaba sa rona, a thibela ha ho ntshetswa Sesare lekgetho, mme a ipolela hore ke Kreste, Kgosi.” Pilato a mmotsa, a re: “Na o kgosi ya Bajuda?” A mo araba, a re: “Wena o rialo.” Pilato a re ho baprista ba baholo le ho matshwele: “Ha ke fumane molato ho motho enwa.” Empa bona ba pheella, ba re: “O hlohleletsa setjhaba ka ho ruta Judea yohle, ho tloha Galelea ho fihlela kwano.” Yare Pilato ha a utlwa, a botsa hore na motho eo ke Mogalelea na. Ha a se a tsebile hore o pusong ya Heroda, a mo romela ho Heroda, kaha le yena a ne a le Jerusalema matsatsing ao. Jwale Heroda a thaba haholo ha a bona Jesu, hobane e ne e le kgale a lakatsa ho mmona. O ne a utlwile tsa hae, mme a tshepile ho bona mohlolo o etswang ke yena. Yaba Heroda o mmotsa potso tse ngata, empa Jesu a se ke a mo araba. Baprista ba baholo le Ditsebi tsa Molao ba ne ba eme ba mo qosa ka matla. Yare hoba Heroda le bahlabani ba hae ba mo nyedise, ba mo some, ba mo apesa seaparo se mahadihadi, mme Heroda a mo kgutlisetsa ho Pilato. Ka lona letsatsi leo Heroda le Pilato ya eba metswalle, athe pele e ne e le dira. Jwale Pilato a bitsa baprista ba baholo, le babusi, le batho, a re ho bona: “Le tlisitse monna enwa ho nna e le ya kgelosang batho, empa bonang, nna, ha ke mmotsisisa moo le leng teng, ha ke a fumana molato ho yena ka tseo le mo qosang ka tsona. Le Heroda ha a ya o fumana, hobane o mo kgutliseditse ho rona. Ha ho letho leo a le entseng le ka lokelang lefu. Ka baka leo, ke tla mo shapa, ke nto mo lokolla.” Jwale o ne a tlameha ho ba lokollela motho a le mong ka mokete o mong le o mong wa Paseka. Empa bohle ba howa hammoho, ba re: “Bolaya enwa, o re lokollele Barabase!” Barabase eo o ne a hlahletswe tjhankaneng ka baka la moferefere o ileng wa eba teng hara motse le ka baka la polao. Pilato a bua le bona hape, a rata ho lokolla Jesu. Empa ba howa, ba re: “Mo thakgise, mo thakgise!” A re ho bona kgetlo la boraro: “Hobaneng? O entse bobe bofe? Ha ke a fumana letho ho yena le ka lokelang lefu; ka baka leo, ke tla mo shapa, ke nto mo lokolla.” Empa ba pheella ho howa ka mantswe a phahameng, ba kopa hore a thakgiswe; yaba mehoo ya bona e a mo hlola. Pilato a ahlola ka hore kopo ya bona e phethwe. A lokolla eo ba neng ba mo kopa, ya neng a hlahletswe tjhankaneng ka baka la moferefere le polao, a ba neela Jesu ho etsa borata ka yena. Ha ba ntse ba qhoba Jesu, ba tshwara motho e mong wa Sirene, ya bitswang Simone, ya neng a etswa naheng, ba mo jarisa sefapano, a latela Jesu. Jesu a latelwa ke letshwelehadi la batho, le basadi ba neng ba mo hlomohetse, ba mo llela. Jesu a retelehela ho bona, a re: “Baradi ba Jerusalema, se nteleleng; iteleleng, le llele le bana ba lona, hobane bonang, matsatsi a ya tla, ao ka wona ho tla thwe: Ho lehlohonolo dinyopa, le popelo tse sa kang tsa tswala, le matswele a sa kang a anyesa. Ke moo ba tla qala ho re ho dithaba: “ Re weleng hodimo! “le ho maralla: “ Re kwaheleng! “Ha e le moo ba etsa tsena sefateng se metsi, ho tla etsahalang ho se omeletseng?” Ba bang ba babedi, bao e neng e le disenyi, ba iswa ho ya bolawa le yena. Ha ba fihlile sebakeng se bitswang Lehata, ba mo thakgisa teng le disenyi tseo, se seng ka ho letona, se seng ka ho le letshehadi. Jesu a re: “Ntate, ba tshwarele, hobane ha ba tsebe seo ba se etsang.” Jwale ba arolelana diaparo tsa hae ka lotho. Batho ba ne ba eme ba tadimile. Le babusi ba ne ba mo phoqa, ba re: “O pholositse ba bang; haeba e le Kreste, mokgethwa wa Modimo, a ipholose!” Le bahlabani ba mo soma; ba atamela, ba mo fa asene, mme ba re: “Ha o le kgosi ya Bajuda, ipholose he!” Kahodimo ho yena ho ne ho ena le lengolo le reng: enwa ke kgosi ya bajuda. Se seng sa disenyi tse fanyehilweng se ne se mo nyefola, se re: “Na ha o Kreste na? Ipholose, le rona o re pholose!” Empa se seng sa araba, sa se kgalemela, sa re: “Na wena ha o tshabe Modimo, empa le le kahlolong e tshwanang? Rona re hlile re ahlotswe ka toka, hobane re amohela moputso wa diketso tsa rona; athe yena ha a ka a etsa letho le sa lokang.” Sa ba sa re: “Jesu, ako nkgopole ha o etla ka matla a hao a borena.” A re ho sona: “Ruri ke a o bolella, kajeno o tla ba le nna paradeising.” E ne e ka ba hora ya leshome le metso e mmedi motsheare, ha lefifi le aparela naha yohle ho fihlela ka hora ya boraro motsheare wa mantsiboya, letsatsi le ntse le fifetse; yaba lesira la Tempele le taboha ka lehare. Jesu a meketsa ka lentswe le phahameng, a re: “Ntate, ke bea moya wa ka matsohong a hao.” Hoba a rialo, a neela moya. Yare ha molaodi wa lebotho la ba lekgolo a bona se etsahetseng, a tlotlisa Modimo, a re: “Kannete motho enwa o ne a lokile.” Matshwele wohle a neng a phuthehetse ho tla bona, hoba a bone se etsahetseng, a kgutla a swabile haholo. Empa metswalle yohle ya Jesu, le basadi ba neng ba mo latetse ho tloha Galelea, ba ne ba eme sebakana, mme ba bona ketsahalo tsena. Ho ne ho ena le monna ya bitswang Josefa, monna ya molemo, ya lokileng, mme e le setho sa lekgotla. E ne e le wa Arimathea motse wa Bajuda, mme o ne a lebeletse Mmuso wa Modimo. Feela yena o ne a sa dumellana le lekgotla le diketso tsa lona. Monna eo a ya ho Pilato, a kopa setopo sa Jesu, a se fanyolla, a nto se phuthela ka lesela, a se bea ka lebitleng le betlilweng lefikeng, leo ho neng ho eso ka ho epelwa motho ho lona. E ne e le letsatsi la tlhekelo, mme e ne e se e tla ba Sabatha. Basadi ba neng ba tlile le Jesu ba etswa Galelea, ba latela Josefa, ba bona lebitla le kamoo setopo sa hae se beilweng kateng. Ba kgutla, ba lokisa dinoko tse monko o monate le setlolo, mme ba phomola ka Sabatha ho ya ka Molao. Ka letsatsi le qalang beke ba ya lebitleng e sa le kameso, ba nkile ditlolo tseo ba di lokisitseng. Ba fumana lejwe le phikoloseditswe thoko le lebitla. Ha ba kena, ba se ke ba fumana setopo sa Morena Jesu. Yare ba sa tsielehile ke hoo, bonang, banna ba babedi ba diaparo tse hadimang, ba ema pela bona. Yare ha ba tshoha, mme ba tadima fatshe, banna bao ba re ho bona: “Ya phelang le mmatlelang hara bafu? Ha a yo mona, o tsohile bafung. Hopolang kamoo a neng a le bolelle kateng a sa le Galelea, ha a re: Eka kgona Mora Motho a neelwe matsohong a baetsadibe, mme a thakgiswe, a nto tsoha ka tsatsi la boraro. ” Ba hopola dipolelo tsa Jesu. Hoba ba kgutle lebitleng, ba tsebisa ba leshome le motso o mong le ba bang bohle ditaba tseo tsohle. E ne e le Maria wa Magadala, le Johanna, le Maria, mma Jakobo, le basadi ba bang ba neng ba ena le bona, ba neng ba bolella baapostola ditaba tseo. Dipolelo tseo ya ka tshomo ho bona, mme ba se ke ba ba kgolwa. Empa Petrose a ema, a mathela lebitleng; ha a fihla a nyarela, a bona masela feela; yaba o tloha a maketse ke se etsahetseng. Ka lona letsatsi leo barutuwa ba babedi ba ne ba eya motsaneng o bitswang Emmause, o bohole ba dikilomethara tse leshome le motso o mong ho tloha Jerusalema. Ba ne ba qoqa ka diketsahalo tseo tsohle. Ha ba ntse ba qoqa jwalo, ba buisana, Jesu ka sebele a atamela, a tsamaya le bona, empa mahlo a bona a rebeha, ba se ke ba mo tseba. A re ho bona: “Ditaba tseo le tsamayang le buisana ka tsona ke dife?” Ba ema tlekelele! Ba swabile. E mong wa bona, ya bitswang Keleopase, a mo araba, a re: “Na ebe ke wena feela o leng moeti moo Jerusalema, ya sa tsebeng tse etsahetseng teng matsatsing aa?” A re ho bona: “Dife?” Ba re ho yena: “Tsa Jesu wa Nasaretha, eo e neng e le monna wa moporofeta ya matla diketsong le dithutong pela Modimo le pela setjhaba sohle, kamoo baprista ba baholo le babusi ba rona ba neelaneng ka yena hore a ahlolelwe lefu kateng, ba bileng ba mo thakgisa. Rona re ne re tshepile hore ke yena ya tla lopolla Iseraele. Ntle ho tsena tsohle, lena ke letsatsi la boraro tsena di etsahetse. Empa basadi ba bang ba habo rona ba re makaditse. Ba ile ba tsohella lebitleng, feela ba se ke ba fumana setopo sa hae. Ba kgutla ba re ba bone mangeloi a reng o a phela. Le ba bang ba neng ba ena le rona ba ile ba ya lebitleng, mme ba fumana ho le jwalokaha basadi ba ile ba bolela, empa yena ha ba a ka ba mmona.” A re ho bona: “Jo, dithoto tse pelo di diehang ho dumela tsohle tseo baporofeta ba ileng ba di bolela! Na Kreste o ne a sa tlameha ho hlokofatswa tjee, a nto kena tlotleng ya hae?” A qala ka Moshe le ka Baporofeta bohle, a ba qaqisetsa tse amanang le yena, tse Mangolong wohle. Ha ba atamela motsaneng oo ba yang ho wona, Jesu a etsa sa mokana a fetela pele. Ba mo qophella, ba re: “Hlola le rona, hobane letsatsi le se le rapame, mme e se e tla ba mantsiboya.” Yaba o a kena, o hlola le bona. Eitse ha a le dijong le bona, a nka bohobe, a boka, a bo ngwatha, a ba nea bona. Jwale ha re etlo! mahlong, mme ba mo tseba, empa a ba nyamella. Ba botsana, ba re: “Ana pelo tsa rona di ne di sa tjhese ka ho rona ha a bua le rona tseleng, a ntse a re hlalosetsa Mangolo na?” Ba ema ka yona nako eo, ba kgutlela Jerusalema. Ba fumana ba leshome le motso o mong le ba nang le bona ba phuthehile, ba bile ba bolela hore Morena o fela a tsohile, mme o iponahaditse ho Simone. Le bona ba pheta tse etsahetseng leetong la bona, le kamoo ba ileng ba mo tseba kateng, ha a ngwatha bohobe. Yare ba sa bua jwalo, Jesu a ema hara bona, a re ho bona: “Kgotso e be le lona!” Empa ba tshoha, ba tshaba, ba hopola hore ba bona sethotsela. A re ho bona: “Le ferekanetseng? Ke ka baka lang le hlahelwang ke dipelaelo dipelong tsa lona? Bonang matsoho a ka le maoto a ka, hore ke nna ka sebele. Ntoboketseng le utlwe, hobane sethotsela ha se na nama le masapo, kamoo le mponang ke ena le tsona kateng.” Hoba a rialo, a ba bontsha matsoho le maoto a hae. Yare ha ba ntse ba sa dumele ke thabo, ba maketse, a re ho bona: “Na le na le ho ka jewang moo?” Ba mo nea leqa la tlhapi e besitsweng. A le nka, a le ja ba mo shebile. Jwale a re ho bona: “Ke wona mantswe a ka, ao ke ileng ka le bolella wona ha ke sa na le lona, hore eka kgona ho phethahale tsohle tse ngotsweng Molaong wa Moshe, le Baporofeteng, le Dipesalemeng ka nna.” Yaba o ba bula dikelello hore ba utlwisise Mangolo. A re ho bona: “Ho ngotswe jwalo hore eka kgona Kreste a hlokofatswe, a tsohe bafung ka tsatsi la boraro, le hore ka lebitso la hae, ditjhaba tsohle di phatlalletswe pako le tshwarelo ya dibe, ho qala Jerusalema. Lona le dipaki tsa ditaba tsena. Bonang, nna ke tla le romella seo Ntate a le tshepisitseng sona, empa le dule motseng mona ho fihlela ha le apeswa matla a tswang hodimo.” Jwale Jesu a ba isa kantle ho motse, a ya le bona ho ya fihla Bethania, a phahamisa matsoho, a ba hlohonolofatsa. Eitse ha a ntse a ba hlohonolofatsa, a tloha ho bona, a nyollelwa lehodimong. Hoba ba mo kgumamele, ba kgutlela Jerusalema ka nyakallo e kgolo, mme ba nna ba eba ka Tempeleng ka nako tsohle, ba boka Modimo. Tshimolohong Lentswe le ne le le teng. Lentswe le ne le le ho Modimo, mme Lentswe e ne e le Modimo. Le ne le le ho Modimo tshimolohong. Dintho tsohle di bile teng ka lona, mme ha ho letho le bileng teng haese ka lona. Bophelo bo ne bo le ka ho lona, mme bophelo e ne e le lesedi la batho; lesedi le kganya lefifing, empa lefifi ha le a ka la le hlola. Monna o ne a le teng, ya romilweng ke Modimo, lebitso la hae e le Johanne. Monna enwa a tlela ho paka tsa lesedi, e le hore bohle ba dumele ka yena. Yena e ne e se lesedi leo, empa o ne a tlile hore a pake tsa lesedi. Lesedi la nnete le bonesetsang motho e mong le e mong, le ne le etla lefatsheng. Lentswe le ne le le lefatsheng, mme lefatshe le bile teng ka lona, empa lefatshe ha le a ka la le tseba. Le ne le tlile hahabo lona, empa ba habo lona ha ba a ka ba le amohela. Empa bohle ba le amohetseng, e leng ba dumelang ho lona, le ba neile tokelo ya ho fetoha bana ba Modimo, ba sa kang ba tswalwa ka madi, kapa ka thato ya nama, kapa ka thato ya monna, empa ba tswetswe ke Modimo. Lentswe ya eba motho, la aha hara rona, mme ra bona tlotla ya lona, e tletseng mohau le nnete, tlotla e kang eo Mora ya tswetsweng a nnotshi a e fumaneng ho Ntate. Johanne o mo pakile, mme a howa, a re: “Enwa ke yena, eo ke neng ke mmolela, ha ke re: Ya tlang kamorao ho nna o mpheta ka boholo, hobane o bile teng pele ho nna. ” Mohaung wa hae o kgaphatsehang, rona bohle re amohetse mohau hodima mohau, hobane Molao o neilwe batho ka Moshe, empa mohau le nnete di bile teng ka Jesu Kreste. Ha ho ya kileng a bona Modimo le ka mohla; Mora ya tswetsweng a nnotshi, eo e leng Modimo, ya leng sefubeng sa Ntate, ke yena ya re tsebisitseng Modimo. Bopaki ba Johanne ke bona, mohla Bajuda ba romileng baprista le Balevi ho yena ba etswa Jerusalema, hore ba mmotse: “O mang?” A bolela, a sa latole, a re: “Nna ha ke Kreste.” Ba mmotsa, ba re: “Ha ho le jwalo o mang? Na o Elia?” A re: “Ha ke yena.” “Na o Moporofeta?” A araba, a re: “Tjhe.” Jwale ba re ho yena: “O mang he? Re tshwanetse ho ya nea ba re romileng karabo. O reng ha o ipolela?” A re: “Nna ke lentswe la ya howang feelleng, le reng: Otlollang mmila wa Morena! “jwalokaha moporofeta Esaya a ne a bolele.” Ba neng ba romilwe e ne e le ba Bafarisi. Ba mmotsa, ba re: “Ha o se Kreste, o se Elia, o se Moporofeta, keng ha o kolobetsa?” Johanne a ba araba, a re: “Nna ke kolobetsa ka metsi; hara lona ho eme eo le sa mo tsebeng, ya tlang kamorao ho nna, eo nna ke sa lokelang ho lokolla leqhwele la moqathatso wa hae.” Tsena di ile tsa etsahala Bethania, mose ho Jorodane, moo Johanne a neng a kolobeletsa teng. Ka la hosasane Johanne a bona Jesu a etla ho yena, mme a re: “Bonang Konyana ya Modimo e tlosang sebe sa lefatshe! Enwa ke yena eo ke neng ke bua ka yena, ha ke re: Kamorao ho nna ho tla monna ya mphetang ka boholo, hobane o bile teng pele ho nna. Ha ke a ka ka mo tseba, empa ke tlile ke kolobetsa ka metsi hore a senolelwe Iseraele.” Johanne a paka, a re: “Ke bone Moya o theoha lehodimong o ka leeba, mme o dula hodima hae. Ha ke a ka ka mo tseba, empa ya nthomileng ho kolobetsa ka metsi, o itse ho nna: Eo o bonang Moya o theohela, mme o dula hodima hae, ke yena ya kolobetsang ka Moya o Halalelang. Ke bone, mme ke a paka hore ke yena Mora wa Modimo.” Ka la hosasane hape, Johanne o ne a eme le barutuwa ba hae ba babedi. Yare ha a bona Jesu a feta, a re: “Bonang Konyana ya Modimo!” Barutuwa ba hae ba babedi ba utlwa ha a bua, mme ba latela Jesu. Jesu ha a reteleha, mme a ba bona ba mo latetse, a re ho bona: “Le batlang?” Ba re ho yena: “Rabbi,” ke ho re: Moruti: “o dula kae?” A re ho bona: “Tloong, le bone.” Ba ya, ba bona moo a dulang teng, mme ba hlola le yena letsatsi leo; e ne e ka ba hora ya bone mantsiboya. Andrease, ngwanabo Simone Petrose, e ne e le e mong wa ba babedi ba utlwileng Johanne, ba latetseng Jesu. Andrease a qala ka ho batla ngwanabo, Simone, a re ho yena: “Re fumane Mesia,” ke ho re: Kreste. A mo isa ho Jesu. Jesu a mo tadima, a re: “O Simone, mora Johanne; o tla bitswa Kefase,” ke ho re: Petrose. Ka la hosasane Jesu a rera ho ya Galelea, mme a fumana Filipi. A re ho yena: “Ntatele!” Filipi e ne e le wa Bethesaida, e leng motse wa habo Andrease le Petrose. Filipi a fumana Nathanaele, mme a re ho yena: “Re fumane eo Moshe a ngotseng ka yena Molaong, le baporofeta ba ngotseng ka yena, e leng Jesu, mora Josefa wa Nasaretha.” Nathanaele a re ho yena: “Na ho na le ho molemo ho ka tswang Nasaretha?” Filipi a re ho yena: “Tloo, o bone.” Jesu a bona Nathanaele a etla ho yena, a bua ka yena: “Bonang Moiseraele wa nnete, eo ho se nang mano ho yena!” Nathanaele a mmotsa, a re: “O ntsebella kae?” Jesu a mo araba, a re: “Ke o bone pele Filipi a o bitsa o le katlasa sefate sa feiye.” Nathanaele a mo araba, a re: “Rabbi, o Mora wa Modimo, o Kgosi ya Iseraele.” Jesu a mo araba, a re: “Na o dumela kahobane ke o boleletse hore ke o bone tlasa sefate sa feiye? O tla bona tse kgolo ho feta tsena.” A re ho yena: “Kannetenete, ke a le bolella, le tla bona lehodimo le bulehile, mme mangeloi a Modimo a nyoloha, a theohela hodima Mora Motho.” Ka tsatsi la boraro ho ne ho ena le mokete wa lenyalo Kana e Galelea, mme mma Jesu o ne a le teng. Jesu le barutuwa ba hae le bona ba ne ba memetswe lenyalong. Ha veine e fedile, mma Jesu a re ho yena: “Ha ba na veine.” Jesu a re ho yena: “Mme, hoo ho re ama kang, rona le wena? Nako ya ka ha e eso fihle.” Mmae a re ho basebeletsi: “Eng le eng eo a le bolellang yona, le e etse.” Jwale dinkgo tse tsheletseng, tsa lejwe, tseo e nngwe le e nngwe ya tsona e neng e tlatswa ka dilethara tse ka bang lekgolo, di ne di beilwe moo ho ya ka moetlo wa tlhwekiso wa Bajuda. Jesu a re ho bona: “Tlatsang dinkgo ka metsi.” Ba di tlatsa tswete! A re ho bona: “Kgang jwale, mme le isetse motsamaisi wa mokete.” Ba mo isetsa. Ha motsamaisi wa mokete a latswa metsi a fetohileng veine, a sa tsebe moo e tswang teng, ho mpa ho tseba basebeletsi ba kgileng metsi, motsamaisi a bitsa monyadi, a re ho yena: “Batho bohle ba ye ba qale ka veine e monate pele, mme ha bamemuwa ba se ba nwele, ba tlise e mpe; wena o bolokile veine e monate ho fihlela jwale.” Mohlolo ona wa pele Jesu o o entse Kana e Galelea, a bonahatsa tlotla ya hae, mme barutuwa ba hae ba dumela ho yena. Kamora moo, yena le mmae le bana babo le barutuwa ba hae, ba theohela Kaperenauma, ba hlola teng matsatsi a se makae. Paseka ya Bajuda e ne e le haufi, mme Jesu a nyolohela Jerusalema. Ka Tempeleng a fumana ba rekisang dikgomo, le dinku, le maeba, le baananyi ba ditjhelete ba dutse. Hoba a etse sephadi ka dikgwele, a ba phahla bohle ka Tempeleng, le dinku, le dikgomo; a qhala ditjhelete tsa baananyi, mme a phethola ditafole tsa bona, a re ho ba rekisang maeba: “Tlosang ntho tsena mona; le se ke la etsa ntlo ya Ntate ntlo ya kgwebo!” Barutuwa ba hae ba hopola hore ho ngotswe, ho thwe: “Ho tjhesehela ntlo ya hao ho ntjele.” Jwale Bajuda ba re ho yena: “O re bontsha mohlolo ofe, ha e le moo o etsa tsee?” Jesu a ba araba, a re: “Qhaqhang tempele ena, mme ke tla e tsosa ka matsatsi a mararo.” Yaba Bajuda ba re: “Tempele ena e ile ya hahuwa ka dilemo tse mashome a mane a metso e tsheletseng, empa wena o re o tla e tsosa ka matsatsi a mararo?” Feela yena o ne a bua ka tempele eo e leng mmele wa hae. Jwale ha a tsohile bafung, barutuwa ba hae ba hopola hore o ne a rialo, mme ba dumela Mangolo le boporofeta boo Jesu a bo boletseng. Ha a le Jerusalema moketeng wa Paseka, ba bangata ba dumela ho yena, ha ba bona mehlolo eo a e etsang. Empa Jesu o ne a sa ba tshepe, hobane a tseba batho bohle, le kahobane a ne a sa hloke ho bolellwa letho ka motho; kaha a ne a tseba se ka ho motho. Ho ne ho ena le monna wa Mofarisi, lebitso la hae e le Nikodema, e le mmusi wa Bajuda. A tla ho Jesu bosiu, a re ho yena: “Rabbi, re a tseba hore o moruti ya tswang ho Modimo, hobane ha ho ya ka etsang mehlolo ena eo o e etsang, ha Modimo a se na le yena.” Jesu a araba, a re ho yena: “Kannetenete, ke a o bolella, ha motho a sa tswalwe botjha, a ke ke a bona Mmuso wa Modimo.” Nikodema a re ho yena: “Motho a ka tswalwa jwang a se a tsofetse na? Na a ka kena ka popelong ya mmae kgetlo la bobedi, mme a tswalwa?” Jesu a araba, a re: “Kannetenete, ke a o bolella, ha motho a sa tswalwe ka metsi le ka Moya, a ke ke a kena Mmusong wa Modimo. Se tswetsweng ke nama ke nama, se tswetsweng ke Moya ke moya. O se ke wa makala ha ke itse ho wena: Eka kgona le tswalwe botjha. Moya o fokela moo o ratang teng, mme o utlwa modumo wa wona, empa ha o tsebe moo o tswang teng le moo o yang teng; e mong le e mong ya tswetsweng ke Moya o jwalo.” Nikodema a mo araba, a re: “Tsee di ka etsahala jwang?” Jesu a mo araba, a re: “O moruti wa Iseraele, empa ha o utlwisise ditaba tsee? Kannetenete ke a o bolella: Re bua seo re se tsebang, mme re paka seo re se boneng, empa ha le amohele bopaki ba rona. Haeba le sa dumele ha ke le bolella tsa lefatshe, le tla dumela jwang ha ke le bolella tsa lehodimo na? Ha ho ya kileng a nyolohela lehodimong, haese ya theohileng lehodimong, e leng Mora Motho. Jwalokaha Moshe a ne a phahamise noha feelleng, eka kgona Mora Motho a phahamiswe jwalo, hore e mong le e mong ya dumelang ho yena a be le bophelo bo sa feleng. “Modimo o ratile lefatshe hoo a le neileng Mora wa hae ya tswetsweng a inotshi, hore e mong le e mong ya dumelang ho yena, a se ke a timela, a mpe a be le bophelo bo sa feleng. Modimo ha a a ka a roma Mora wa hae lefatsheng ho ahlola lefatshe, empa e le hore lefatshe le pholoswe ka yena. Ya dumelang ho yena ha a ahlolwe; athe ya sa dumeleng o se a ahlotswe, kahobane a sa dumele ho Mora wa Modimo ya tswetsweng a inotshi. Kahlolo ke ena: Lesedi le tlile lefatsheng, empa batho ba ratile lefifi ho ena le lesedi, hobane mesebetsi ya bona e ne e le mebe. E mong le e mong ya etsang tse kgopo o hloile lesedi, mme ha a tle leseding, esere mesebetsi ya hae ya hlahatswa. Empa ya etsang seo e leng nnete o tla leseding, hore mesebetsi ya hae e bonahale hore o e entse a ena le Modimo.” Kamorao ho tsena Jesu le barutuwa ba hae ba ya naheng ya Judea; a hlola le bona teng, a kolobetsa. Johanne o ne a kolobeletsa Enone, haufi le Saleme, kaha metsi a ne a le mangata teng, mme batho ba ne ba etla, ba kolobetswa, hobane Johanne o ne a eso kenngwe tjhankaneng. Ha hlaha kgang pakeng tsa barutuwa ba Johanne le Mojuda e mong ka tsa moetlo wa tlhwekiso. Ba tla ho Johanne, ba re ho yena: “Rabbi, ya bileng le wena mose ho Jorodane, eo o mo pakileng, bona, o a kolobetsa, mme bohle ba ya ho yena.” Johanne a araba, a re: “Motho a ke ke a amohela letho haese ha a le newa le etswa lehodimong. Lona ka sebele le ka mpakela hore ke itse: Nna ha ke Kreste, empa ke romilwe ho mo etella pele. Ya nang le monyaduwa ke monyadi, empa motswalle wa monyadi, ya emeng pela hae, mme a mo utlwa, o ye a thabe haholo ka baka la lentswe la monyadi. Ha ho le jwalo, thabo ena ya ka e phethahetse. Eka kgona yena a hole, empa nna ke nyenyefale. “Ya tswang hodimo o kahodimo ho bohle; ya tswang lefatsheng ke wa lefatshe, mme o bua tsa lefatshe. Ya tswang lehodimong o kahodimo ho bohle; seo a se boneng, a se utlwa, o a se paka, empa ha ho ya amohelang bopaki ba hae. Ya amohetseng bopaki ba hae, o tiisitse hore Modimo ke nnete. Eo Modimo a mo romileng o bolela dipolelo tsa Modimo, hobane Modimo o fana ka Moya ho se tekanyetso. Ntate o rata Mora, mme o beile tsohle matsohong a hae. Ya dumelang ho Mora o na le bophelo bo sa feleng, empa ya sa mameleng Mora a ke ke a bona bophelo, mme kgalefo ya Modimo e tla ba hodima hae kamehla.” Jesu a tseba hore Bafarisi ba utlwile hore o a hapa, mme o kolobetsa barutuwa ba bangata ho feta Johanne. Feela Jesu ka sebele sa hae o ne a sa kolobetse, empa ho kolobetsa barutuwa ba hae. Jesu a tloha Judea, a boela a ya Galelea. O ne a tshwanetse ho haola ka la Samaria. A fihla motseng wa Samaria o bitswang Sikare, haufi le tshimo eo Jakobo a neng a e nee mora wa hae Josefa. Sediba sa Jakobo se ne se le hona moo. Kaha Jesu a ne a kgathetse ke leeto, a dula sedibeng; e ne e ka ba hara mpa ya motsheare. Mosadi wa Mosamaria a tla ho kga metsi. Jesu a re ho yena: “Ako mphe, ke nwe.” Barutuwa ba hae ba ne ba ile motseng ho reka dijo. Mosadi wa Mosamaria a re ho yena: “O ka nkopa ho nwa jwang o le Mojuda, nna ke le mosadi wa Mosamaria?” Bajuda ha ba na taba le Basamaria. Jesu a mo araba, a re: “Hoja o tsebile mpho ya Modimo, le hore na ke mang ya reng ho wena: Ako mphe, ke nwe, wena, o ka be o mo kopile, mme a ka be a o file metsi a kollang.” Mosadi a re ho yena: “Monghadi, ha o na sekgello, le sediba se tebile; jwale metsi a kollang o a nka kae? Na o moholo ho feta ntata rona Jakobo ya re neileng sediba see, le yena a nwa ho sona, le bara ba hae, le diphoofolo tsa hae?” Jesu a mo araba, a re: “E mong le e mong ya nwang metsi ana, o tla nyorwa hape; athe mang le mang ya nwang metsi ao ke tla mo fa wona, a ke ke a hlola a nyorwa le ka mohla, empa metsi ao ke tla mo fa wona a tla fetoha ka ho yena sediba sa metsi a kopoletsang bophelong bo sa feleng.” Mosadi a re ho yena: “Monghadi, ako mphe metsi ao, hore ke se ke ka hlola ke nyorwa, leha e le ho tla kga mona.” Jesu a re ho yena: “Eya, o bitse monna wa hao, le tle kwano.” Mosadi a mo araba, a re: “Ha ke na monna.” Jesu a re ho yena: “O nepile ha o re: Ha ke na monna, hobane o bile le banna ba bahlano, mme eo o nang le yena hona jwale hase monna wa hao; moo o buile nnete.” Mosadi a re ho yena: “Monghadi, ke lemoha hore o moporofeta. Bo-ntata rona ba ile ba kgumamela Modimo thabeng ena, empa lona le re Jerusalema ke sona sebaka seo eka kgonang ho khumamellwe ho sona.” Jesu a re ho yena: “Mosadi, ntumele hore nako e a tla eo ka yona le sa tlo kgumamella Ntate thabeng ena, leha e le Jerusalema. Lona le kgumamela seo le sa se tsebeng; rona re kgumamela seo re se tsebang, hobane pholoho e tswa ho Bajuda. Empa nako e a tla, mme e se e fihlile, eo ka yona bakgumamedi ba nnete ba tla kgumamela Ntate ka moya le ka nnete, hobane Ntate o fela a batla ba jwalo ho mo khumamela. Modimo ke moya, mme ba mo kgumamelang eka kgona ba mo kgumamele ka moya le ka nnete.” Mosadi a re ho yena: “Ke a tseba hore Mesia, ya bitswang Kreste, o a tla; mohla a tlang, o tla re bolella dintho tsohle.” Jesu a re ho yena: “Ke nna ya buang le wena.” Ka nako eo barutuwa ba hae ba fihla, mme ba makala ha a bua le mosadi, leha empa ho ne ho se ya reng: “O batla eng, kapa o buelang le yena?” Yaba mosadi o siya nkgo ya hae, o ya motseng, o re ho batho: “Tloong, le bone motho ya mpoleletseng tsohle tseo ke di entseng; na ekaba hase yena Kreste?” Ba tswa motseng, ba tla ho yena. Barutuwa ba sala ba mo kopa, ba re: “Rabbi, ako je.” Empa a re ho bona: “Ke na le sejo seo ke se jang, seo le sa se tsebeng.” Barutuwa ba botsana, ba re: “Na ebe e mong o mo tliseditse dijo?” Jesu a re ho bona: “Sejo sa ka ke ho etsa thato ya ya nthomileng, le ho phetha mosebetsi wa hae. Ha ke re le ye le re: Kgwedi di sa le nne, mme e nto ba kotulo? Bonang, ke a le bolella, phahamisang mahlo, le bone hore masimo a sweufaletse kotulo. Mokotudi o se a amohela moputso, mme dijo o di bokellela bophelo bo sa feleng, hore mojadi a thabe hammoho le mokotudi. Ke moo polelo ena e tla netefala: E mong o a jala, e mong o a kotula. Ke le romile ho kotula seo le sa kang la se sebetsa; ba bang ba sebeditse, mme lona le ja mofufutso wa bona.” Ba bangata ba Basamaria ba motse oo ba dumela ho yena ka baka la polelo ya mosadi ya ileng a paka, a re: “O mpoleletse tsohle tseo ke di entseng.” Ha Basamaria ba fihla ho yena, ba mo kopa hore a hlole le bona; a hlola teng matsatsi a mabedi. Ba bangata ho feta ba dumela ka baka la polelo ya hae. Ba re ho mosadi: “Ha e sa le ka baka la puo ya hao feela re dumelang; re ikutlwetse ka borona, mme re a tseba hore ruri monna enwa ke Mopholosi wa lefatshe.” Kamora matsatsi ao a mabedi a tloha teng, a ya Galelea, hobane Jesu ka sebele sa hae o ile a bolela hore moporofeta ha a hlomphuwe ha habo. Ha a fihla Galelea, Bagalelea ba mo amohela, hobane ba ne ba bone tsohle tseo a di entseng moketeng, Jerusalema; kaha le bona ba ne ba ile moketeng. A boela a ya Kana e Galelea, moo a neng a fetole metsi veine teng. Hona moo ho ne ho ena le letona le leng, leo mora wa lona a neng a kula, Kaperenauma. Ha le utlwa hore Jesu o fihlile Galelea a etswa Judea, la tla ho yena, la mo kopa hore a theohe, a yo fodisa mora wa lona, hobane o ne a le makgatheng a ho shwa. Jesu a re ho lona: “Ha le sa bone dipontsho le mehlolo ha le ka ke la dumela.” Letona la re ho yena: “Monghadi, ako theohe hle, ngwana wa ka a eso shwe.” Jesu a re ho lona: “Eya, mora wa hao o phetse.” Monna eo a dumela polelo eo Jesu a mmoleletseng eona, mme a ikela. Ha a ntse a theoha, bahlanka ba hae ba mo kgahlanyetsa, ba re: “Mora wa hao o phetse.” A ba botsa nako eo a qadileng ho thuseha ka yona; ba re ho yena: “Maobane, ka hora ya pele motsheare, feberu e ile ya mo tlohela.” Jwale ntata ngwana a tseba hore ke ka yona nako eo Jesu a itseng ho yena: “Mora wa hao o phetse,” mme a dumela, le ba ntlo ya hae kaofela. Mohlolo ona wa bobedi Jesu o o entse Galelea a etswa Judea. Kamora tsena ha eba le mokete wa Bajuda, mme Jesu a nyolohela Jerusalema. Moo Jerusalema, haufi le Kgoro ya Dinku, ho na le letshana, le bitswang Bethestha ka Seheberu, le nang le mathule a mahlano. Tlasa wona ho ne ho paqama bakudi ba bangata: difofu, le diritsa, le ba shweleng ditho, ba lebeletse ho fuduhuwa ha metsi, hobane ka nako tse ding lengeloi la Morena le ne le ye le theohele letshaneng, le fuduhe metsi, mme ya kenang pele kamora ho fuduhuwa ha metsi, o ne a fodiswa bohlokong bofe le bofe boo a ka bang le bona. Monna e mong o ne a le teng ya kutseng dilemo tse mashome a mararo a metso e robedi. Ha Jesu a mmona a paqame moo, mme a tseba hore e se e le nako e telele a kula, a re ho yena: “Na o rata ho fola?” Mokudi a mo araba, a re: “Monghadi, ha ke na motho ya nkenyang letshaneng ha metsi a fuduhuwa; e ye ere ke sa ya, e mong a theohele pele ho nna.” Jesu a re ho yena: “Tsoha, nka diphate tsa hae, o tsamaye.” Motho eo a fola hanghang, a nka diphate tsa hae, mme a tsamaya. Letsatsi leo e ne e le la Sabatha. Ka hona Bajuda ba re ho ya fodisitsweng: “Ke Sabatha, mme ha ho dumellehe hore o nke diphate tsa hao.” Empa a ba araba, a re: “Ya mphodisitseng, ke yena ya itseng ho nna: Nka diphate tsa hao, o tsamaye. ” Ba mmotsa, ba re: “Motho ya itseng ho wena: Nka diphate o tsamaye, ke mang?” Empa ya fodisitsweng o ne a sa tsebe hore na ke mang, hobane Jesu o ne a tlohile, kaha ho ne ho ena le letshwele sebakeng seo. Kamora tsena Jesu a mo fumana ka Tempeleng, mme a re ho yena: “Bona, o fodile; o se ke wa hlola o etsa sebe, esere mohlomong wa hlahelwa ke ho hobe ho feta.” Monna eo a tloha, mme a bolella Bajuda hore ke Jesu ya mo fodisitseng. Ka baka leo, Bajuda ba hlorisa Jesu kahobane a entse tsena ka Sabatha. Empa Jesu a ba araba, a re: “Ntate o ntse a sebetsa ho fihlela jwale, mme le nna ke a sebetsa.” Ka baka lena, Bajuda ba eketsa ho batla ho mmolaya, e seng feela hobane a tlola molao wa Sabatha, empa a bile a itse, Modimo ke Ntatae ka sebele, a iketsa ya lekanang le Modimo. Jesu a boela a re ho bona: “Kannetenete, ke a le bolella, Mora a ke ke a etsa letho ka boyena, haese seo a bonang Ntatae a se etsa, hobane eng le eng eo Ntatae a e etsang, le Mora o a e etsa. Ntate o rata Mora, o mmontsha tsohle tseo a di etsang, mme o tla mmontsha mesebetsi e meholo ho feta ena, hore le tle le makale. Jwalokaha Ntate a tsosa bafu, a ba phedisa, le Mora o phedisa jwalo bao a ratang ho ba phedisa. Ntate ha a ahlole motho, empa o neile Mora tokelo yohle ya ho ahlola, hore bohle ba hlomphe Mora jwalokaha ba hlompha Ntatae. Ya sa hlompheng Mora ha a hlomphe Ntatae ya mo romileng. “Kannetenete, ke a le bolella hore ya utlwang lentswe la ka, a dumela ho ya nthomileng, o na le bophelo bo sa feleng. Ha a ahlolwe, empa o tswile lefung, a kena bophelong. Kannetenete, ke a le bolella: Nako e a tla, mme e se e fihlile, eo ka yona bafu ba tla utlwa lentswe la Mora wa Modimo, mme ba le utlwang ba tla phela. Jwalokaha Ntate a ena le bophelo ka ho yena, o neile le Mora ho ba le bophelo ka ho yena. O mo neile matla a ho ahlola, hobane ke Mora Motho. “Se makalleng hona, hobane nako e a tla, eo ka yona bohle ba ka mabitleng ba tla utlwa lentswe la hae, mme ba tla tswa, ba entseng tse molemo ba tsohele bophelo, ba entseng tse kgopo ba tsohele kahlolo. “Nke ke ka etsa letho ka bonna; ke ahlola kamoo ke utlwang kateng, mme kahlolo ya ka e lokile, hobane ha ke batle ho etsa thato ya ka, empa thato ya ya nthomileng. “Ha ke ipakela, bopaki ba ka hase ba nnete; e mong o teng ya mpakelang, mme ke tseba hore bopaki boo a mpakelang ka bona ke ba nnete. “Le rometse ho Johanne, mme o pakile nnete; nna ha ke amohele bopaki ba motho, empa ke bolela tsena hore le pholoswe. Yena e ne e le lebone le tukang, le kganyang, mme lona le ile la rata ho nyakalla leseding la hae nakwana. “Empa nna ke na le bopaki bo fetang ba Johanne, hobane mesebetsi eo Ntate a nneileng yona hore ke e phethe, yona mesebetsi eo ke e etsang, e a mpakela hore Ntate o nthomile; le Ntate ya nthomileng o mpaketse. Ha le eso ka le utlwa lentswe la hae, leha e le ho bona hore na o jwang, mme lentswe la hae ha le dule ka ho lona, kahobane ha le dumele eo a mo romileng. Le fuputsa Mangolong, hobane le hakanya hore ka wona le na le bophelo bo sa feleng, athe ke wona a mpakang, empa ha le rate ho tla ho nna hore le be le bophelo. “Ha ke amohele tlotla ho batho, empa ke a le tseba: Ha le na lerato la Modimo ka ho lona. Ke tlile ka lebitso la Ntate, mme ha le nkamohele; ha e mong a ka itlela ka lebitso la hae, le tla mo amohela. Le ka dumela jwang, lona ba tlotlisanang, empa le sa batle tlotla e tswang ho Modimo ya inotshi? “Le se ke la hopola hore ke tla le qosa ho Ntate; ya le qosang ke Moshe, eo le mo tshepileng. Hoja le dumetse Moshe, le ka be le ntumetse, hobane o buile ka nna. Empa ha le sa dumele seo a se ngotseng, dipolelo tsa ka le tla di dumela jwang?” Kamorao ho tsena Jesu a tshela letsha la Galelea, ke ho re la Tiberiase. Letshwelehadi la mo latela, hobane le bone mehlolo eo a e entseng ho ba kulang. Jesu a nyolohela thabeng, mme a dula moo le barutuwa ba hae. Paseka, mokete wa Bajuda, e ne e le haufi. Jwale ha Jesu a phahamisa mahlo, mme a bona hore letshwelehadi le tla ho yena, a re ho Filipi: “Re ka reka bohobe kae, hore batho baa ba je?” A bua hona ka ho mo nonya maikutlo, hobane o ne a tseba seo a tla se etsa. Filipi a mo araba, a re: “Bohobe ba didenare tse makgolo a mabedi bo ke ke ba lekana hore e mong le e mong a fumane sengwathwana.” E mong wa barutuwa ba hae, Andrease, ngwanabo Simone Petrose, a re ho yena: “Moshanyana o teng mona, ya nang le dinkgwa tse hlano tsa harese le ditlhapi tse pedi, empa hoo e ka ba eng ho batho ba bangata hakaale?” Jesu a re: “Dudisang batho fatshe.” Jwang bo ne bo le bongata sebakeng seo. Banna ba dula fatshe, palo ya bona e ka ba kete tse hlano. Yaba Jesu o nka dinkgwa tseo, mme hoba a lebohe Modimo, a di abela ba dutseng fatshe, le ditlhapi jwalo, kamoo ba lakatsang kateng. Ha ba se ba kgotshe, a re ho barutuwa ba hae: “Bokellang makumane a setseng, hore ho se ke ha senyeha letho.” Ba a bokella, mme ba tlatsa diroto tse leshome le metso e mmedi ka makumane a setseng, a dinkgwa tse hlano tsa harese, tseo ba di jeleng. Jwale ha batho ba bona mohlolo oo a o entseng, ba re: “Kannete enwa ke yena moporofeta ya lokelang ho tla lefatsheng.” Empa Jesu ha a lemoha hore ba se ba tla tla ho mo nka, ba mo qobelle ho ba kgosi, a boela a ya thabeng a nnotshi. Mantsiboya, barutuwa ba hae ba theohela letsheng, mme ba kena ka sekepeng, ba tshelela Kaperenauma, mose ho letsha. Ho ne ho se ho le lefifi, empa Jesu a eso fihle ho bona; letsha le ne le tsudubutlana kaha ho ne ho foka moya o matla. Ha ba se ba sokile sebaka se ka bang dikilomethara tse nne kapa tse hlano, ba bona Jesu a tsamaya hodima letsha, a atamela sekepe, mme ba tshoha. Empa a re ho bona: “Ke nna; se tshabeng!” Ba mo kenya sekepeng ka thabo, mme hanghang sekepe sa fihla lebopong leo ba yang ho lona. Ka la hosasane letshwele le emeng mose ho letsha la lemoha hore ha ho sekepe moo, haese se le seng, le hore Jesu ha a a ka a kena le barutuwa ba hae ka sekepeng seo, empa barutuwa ba hae ba tlohile ba nnotshi. Ha fihla dikepe tse ding tse tswang Tiberiase, haufi le sebaka seo ba neng ba jelle bohobe ho sona, hoba Morena a etse thapelo ya teboho. Jwale ha letshwele le bona hore Jesu le barutuwa ba hae ha ba yo moo, la kena ka dikepeng tseo, la ya Kaperenauma, le ntse le batla Jesu. Ha batho bao ba mo fumana mose ho letsha, ba re ho yena: “Rabbi, o tlile neng moo?” Jesu a ba araba, a re: “Kannetenete, ke a le bolella, le mpatla e seng hobane le bone mehlolo, empa e le hobane le jele bohobe, mme la kgora. Le se ke la sebeletsa dijo tse senyehang, empa le sebeletse dijo tse hlolang ho isa bophelong bo sa feleng, tseo Mora Motho a tla le nea tsona, hobane Modimo Ntate o mo neile matla.” Ba re ho yena: “Re ka etsa eng hore re tle re sebetse mesebetsi ya Modimo?” Jesu a araba, a re ho bona: “Mosebetsi wa Modimo ke hore le dumele ho eo a mo romileng.” Jwale ba re ho yena: “O etsa mohlolo ofe, hore re bone, mme re dumele ho wena? O sebetsa eng? Bo-ntata rona ba jele manna feelleng, jwalokaha ho ngotswe, ho thwe: O ba fepile ka bohobe bo tswang lehodimong. ” Jesu a re ho bona: “Kannetenete, ke a le bolella, hase Moshe ya le neileng bohobe bo tswang lehodimong, empa ke Ntate ya le neang bohobe ba nnete bo tswang lehodimong, hobane bohobe ba Modimo ke ya theohang lehodimong, ya fang lefatshe bophelo.” Ba re ho yena: “Morena, re fe bohobe bona kamehla.” Jesu a re ho bona: “Ke nna bohobe ba bophelo; ya tlang ho nna ha a ka ke a lapa le ka mohla, mme ya dumelang ho nna ha a ka ke a nyorwa le ka mohla. Empa ke le boleletse hore leha le mpone, ha le dumele. Bohle bao Ntate a nneang bona ba tla tla ho nna, mme ya tlang ho nna ha nka ke ka mo lahlela kantle, hobane ke theohile lehodimong, e seng ho tla etsa thato ya ka, empa ho tla etsa thato ya ya nthomileng. Thato ya ya nthomileng ke hore ho bohle bao a nneileng bona, ho se ke ha lahleha le ya mong wa bona, empa ke ba tsose ka letsatsi la ho qetela. Thato ya Ntate ke hore e mong le e mong ya bonang Mora, a dumela ho yena, a be le bophelo bo sa feleng, mme ke tla mo tsosa ka letsatsi la ho qetela.” Jwale Bajuda ba dumaduma ka yena, kahobane a itse: “Ke nna bohobe bo theohileng lehodimong,” mme ba re: “Na Jesu eo hase mora Josefa, eo re tsebang ntatae le mmae? Jwale o bolela jwang, ha a re: Ke theohile lehodimong?” Jesu a ba araba, a re: “Se dumadumeng. Ha ho ya ka tlang ho nna, haese ha Ntate ya nthomileng a ka mo hohela, mme nna ke tla mo tsosa ka letsatsi la ho qetela. Ho ngotswe ho Baporofeta, ho thwe: Bohle ba tla rutwa ke Modimo. E mong le e mong ya utlwileng le ho ithuta ho Ntate o tla ho nna. E seng hore motho o teng ya boneng Ntate, haese ya tswang ho Modimo; yena o bone Ntate. Kannetenete, ke a le bolella, ya dumelang o na le bophelo bo sa feleng. Ke nna bohobe ba bophelo. Bo-ntata lona ba ile ba eja manna feelleng, empa ba eshwa. Bona ke bohobe bo theohang lehodimong, hore motho a bo je, mme a se ke a shwa. Ke nna bohobe bo phelang, bo theohileng lehodimong; ha motho a ka ja bohobe bona o tla phela ka ho sa feleng, mme bohobe boo ke tla fana ka bona ka baka la bophelo ba lefatshe, ke nama ya ka.” Bajuda ba qabana, ba re: “Eo a ka re nea nama ya hae jwang, ra e ja?” Jesu a re ho bona: “Kannetenete, ke a le bolella, ha le sa je nama ya Mora Motho, le sa nwe madi a hae, ha le na bophelo ka ho lona. Ya jang nama ya ka, a enwa madi a ka, o na le bophelo bo sa feleng, mme ke tla mo tsosa ka letsatsi la ho qetela. Nama ya ka ke sejo sa nnete, le madi a ka ke seno sa nnete. Ya jang nama ya ka, a enwa madi a ka, o dula ka ho nna, le nna ka ho yena. Jwalokaha Ntate ya phelang a nthomile, mme ke phela ka Ntate, le ya ntjang o tla phela ka nna. Bona ke bohobe bo theohileng lehodimong, e seng bo jwaloka boo bo-ntata rona ba bo jeleng, mme ba eshwa; ya jang bohobe bona o tla phela ka ho sa feleng.” A bolela ditaba tsena a ntse a ruta ka tlung ya thapelo, Kaperenauma. Yare ha ba bangata ba barutuwa ba hae ba utlwa, ba re: “Polelo ena e thata; ke mang ya ka e mamellang?” Empa Jesu, ka ho tseba hore barutuwa ba hae ba dumaduma ka taba ena, a re ho bona: “Na hoo ho a le kgopisa? Jwale ho tla ba jwang ha le bona Mora Motho a nyolohela moo a neng a le teng pele? Moya ke wona o phedisang, nama ha e thuse letho; dipolelo tseo ke di buileng ho lona ke moya, mme ke bophelo. Empa ba bang ba teng ho lona ba sa dumeleng.” Jesu o ne a tsebile ho tloha qalong hore na ba sa dumeleng ke bo-mang, le hore na ya tla mo eka ke mang. A re: “Ka baka leo, ke le boleletse hore ha ho ya ka tlang ho nna ha a sa ho newa ke Ntate.” Ho tloha nakong eo ba bangata ba barutuwa ba hae ba ikgula, mme ba se ke ba hlola ba tsamaya le yena. Yaba Jesu o re ho ba leshome le metso e mmedi: “Na le lona le rata ho ikela na?” Simone Petrose a mo araba, a re: “Morena, re tla ya ho mang? O na le mantswe a bophelo bo sa feleng; rona re dumetse, mme re tsebile hore o Ya Halalelang wa Modimo.” Jesu a ba araba, a re: “Na lona ba leshome le metso e mmedi ha ke a le kgetha na? Athe e mong ho lona ke Diabolosi!” O ne a bolela Judase, mora Simone Isekariota, hobane o ne a se a tla mo eka, leha e ne e le e mong wa ba leshome le metso e mmedi. Kamorao ho tsena Jesu a tsamaya Galelea; o ne a sa rate ho tsamaya Judea, hobane Bajuda ba ne ba batla ho mmolaya. Mokete wa Bajuda wa Maphephe o ne o le haufi. Yaba bana babo ba re ho yena: “Tloha mona, o ye Judea, hore le barutuwa ba hao ba bone mesebetsi eo o e etsang, hobane ha ho ya etsang letho sephiring, ha a batla ho ba pepeneneng. Ha o etsa tsena, iponahatse ho lefatshe.” Esitana le bana babo ba ne ba sa dumele ho yena. Jesu a re ho bona: “Nako ya ka ha e eso fihle, athe nako ya lona ke yona kamehla. Lefatshe le ke ke la le hloya, empa nna le ntlhoile, kahobane nna ke paka hore mesebetsi ya lona e mebe. Lona, eyang moketeng; nna ha ke ye moketeng ona, hobane nako ya ka ha e eso fihle.” Hoba a ba bolelle tsena, a sala Galelea. Empa ha bana babo ba se ba ile moketeng, le yena a ya ka lenyele, e seng ka ho totobala, empa sephiring. Jwale Bajuda ba mmatla moketeng, ba re: “O kae?” Ho ne ho ena le ho dumaduma ho hongata ka yena letshweleng; ba bang ba ne ba re: “O lokile.” Ba bang ba re: “Tjhe, o kgelosa letshwele.” Leha ho le jwalo ho ne ho se ya buang ka yena pepeneneng ka baka la ho tshaba Bajuda. Ha e se e le mahareng a mokete, Jesu a ya ka Tempeleng, a ruta. Bajuda ba makala, ba re: “O tseba tsa thuto jwang, a sa ithuta?” Jesu a ba araba, a re: “Thuto ya ka hase ya ka, empa ke ya ya nthomileng; ha motho a rata ho etsa thato ya ya nthomileng, o tla tseba hore na thuto eo e tswa ho Modimo, kapa ke bua ka bonna. Ya ipolelang o ipatlela tlotla, athe ya batlang tlotla ya ya mo romileng, yena ke wa nnete, mme ho se loke ha ho yo ho yena. Na Moshe ha a a ka a le nea Molao? Empa ha ho le ya mong ya phethang Molao oo. Ke ka baka lang ha le batla ho mpolaya?” Letshwele la araba, la re: “O na le modemona; ke mang ya batlang ho o bolaya?” Jesu a ba araba, a re: “Ke entse ketso e le nngwe, mme le maketse bohle. Moshe o le neile lebollo, e seng hore le tswa ho Moshe, empa le tswa ho baholoholo, mme le bolotsa motho ka Sabatha. Ha motho a bolotswa ka Sabatha hore Molao wa Moshe o se ke wa fediswa, keng ha le nkgalefela kahobane ke fodisitse motho kahohlehohle ka Sabatha? Se ahloleng ho ya ka tshobotsi, empa ahlolang ka kahlolo e lokileng.” Ba bang ba Jerusalema ba re: “Na hase yena eo ba batlang ho mmolaya? Empa bonang, o bua pepenene, mme ha ba re letho ho yena. Na ekaba babusi ba tsebile kannete hore ke yena Kreste? Empa re tseba moo motho enwa a tswang teng; ha Kreste a etla, ha ho ya tla tseba moo a tswang teng.” Jwale Jesu a phahamisa lentswe, a ruta ka Tempeleng, a re: “Le a ntseba, le tseba le moo ke tswang teng; ha ke a tla ka bonna, empa ya nthomileng ke wa nnete, eo le sa mo tsebeng. Nna ke a mo tseba, hobane ke tswa ho yena, mme ke yena ya nthomileng.” Jwale ba batla ho mo tshwara, empa ha ho ya ileng a mo isa letsoho, hobane nako ya hae e ne e eso fihle. Empa ba bangata letshweleng ba ile ba dumela ho yena, ba re: “Ha Kreste a etla, na o tla etsa mehlolo e mengata ho feta e entsweng ke eo?” Bafarisi ba utlwa letshwele le dumaduma tse jwalo ka Jesu, mme baprista ba baholo le Bafarisi ba roma bahlanka ho mo tshwara. Yaba Jesu o re: “Ke sa tla ba le lona nakwana, ebe ke ya ho ya nthomileng. Le tla mpatla, mme ha le na ho mphumana; le moo ke leng teng, le ke ke la tla.” Bajuda ba botsana, ba re: “O se a tla ya kae hore re se ke ra mo fumana? E seng o se a tla ya ho ba qhalaneng hara Bagerike le ho ruta Bagerike? Ke polelo nngwe eo a e boletseng, ha a re: Le tla mpatla, mme ha le na ho mphumana; le moo ke leng teng, le ke ke la tla. ” Ka letsatsi la ho qetela, e leng le leholo la mokete, Jesu a ema, a howa, a re: “Ha motho a nyorilwe, a tle ho nna, a nwe. Ya dumelang ho nna, jwalokaha Mangolo a boletse, dinoka tsa metsi a kollang di tla phalla di etswa ka ho yena.” A bolela hona a lekanya Moya oo ba dumetseng ho yena ba neng ba se ba tla o amohela; kaha Moya o ne o eso be teng, hobane Jesu a ne a eso tlotliswe. Jwale ha ba bang letshweleng ba utlwa dipolelo tsena, ba re: “Kannete ke yena Moporofeta!” Ba bang ba re: “Ke yena Kreste!” Empa ba bang ba re: “Na Kreste a ka tswa Galelea? Na Mangolo ha a bolele hore Kreste o tla tswa lelokong la Davida, motsaneng wa Betlelehema, moo Davida a neng a ahile teng?” Yaba letshwele le fapana ka maikutlo ka baka la hae; ba bang ho bona ba ne ba lakatsa ho mo tshwara, empa ha ho ya ileng a mo isa letsoho. Jwale bahlanka ba ya ho baprista ba baholo le ho Bafarisi, mme bao ba re ho bona: “Ke ka baka lang le sa mo tlisang?” Bahlanka ba araba, ba re: “Ha ho motho ya kileng a bua jwaloka motho enwa.” Bafarisi ba ba botsa, ba re: “Na le lona le kgelositswe? Na o teng ho babusi kapa ho Bafarisi ya dumetseng ho yena? Empa mahoohoo ana a sa tsebeng Molao a rohakehile.” Nikodema, e mong wa bona, ya neng a tle ho yena pele ho moo, a re ho bona: “Na Molao wa rona o ahlola motho a eso ikarabelle, le ho tseba seo a se entseng?” Ba mo araba, ba re: “Na le wena o tswa Galelea? Fuputsa, mme o tla bona hore ha ho moporofeta ya tswang Galelea.” Jwale e mong le e mong a ya tlung ya hae. Jesu yena a ya Thabeng ya Mehlwaare. Kameso a boela a fihla ka Tempeleng. Setjhaba sohle sa tla ho yena, mme a dula, a se ruta. Jwale Ditsebi tsa Molao le Bafarisi ba tlisa mosadi ya tshwerweng ka bofebe, ba mo emisa kapele ho bona, ba re ho Jesu: “Moruti, mosadi enwa o tshwerwe a ntse a feba. Molaong Moshe o laetse hore ba jwalo re ba tlepetse ka majwe; wena o reng?” Ba ile ba rialo ka ho mo leka, hore ba be le seo ba ka mo qosang ka sona. Empa Jesu a inama, a ngola fatshe ka monwana. Ha ba ntse ba phehelletse ho mmotsa, a inamoloha, a re ho bona: “Ya se nang sebe ho lona, a mmetse pele ka lejwe!” A inama hape, a ngola fatshe. Ha ba utlwa, ba tswa ka bonngwe ho qala ka ba baholo, mme ba mo siya a le mong, mosadi a ntse a le moo. Yare ha Jesu a inamoloha, a re ho yena: “Mosadi, ba kae? Ha ho ya o tswileng?” A re: “Ha a yo, Morena.” Jesu a re: “Le nna ha ke o tswe; eya, mme ho tloha jwale o se ke wa hlola o etsa sebe.” Jesu a boela a bua le bona, a re: “Ke nna lesedi la lefatshe; ya ntatelang ha a ka ke a tsamaya lefifing, empa o tla ba le lesedi la bophelo.” Bafarisi ba re ho yena: “O a ipakela; bopaki ba hao hase ba nnete.” Jesu a ba araba, a re: “Leha ke ipakela, bopaki ba ka ke ba nnete, kahobane ke tseba moo ke tswang teng le moo ke yang teng, empa lona ha le tsebe moo ke tswang teng, kapa moo ke yang teng. Lona le ahlola ho ya ka nama, nna ha ke ahlole motho. Empa leha nka ahlola, kahlolo ya ka ke ya nnete, hobane ha ke nnotshi, empa ke na le Ntate ya nthomileng. Esita le Molaong wa lona ho ngotswe hore bopaki ba batho ba babedi ke ba nnete. Ke nna ya ipakelang, le Ntate ya nthomileng o a mpakela.” Jwale ba re ho yena: “Ntatao o kae?” Jesu a araba, a re: “Ha le ntsebe, le Ntate ha le mo tsebe; hoja le ne le ntseba, le Ntate le ka be le mo tseba.” Dipolelo tsena o ne a di bua a le polokelong ya matlotlo, a ruta ka Tempeleng, mme ha ho ya ileng a mo tshwara, hobane nako ya hae e ne e eso fihle. A re ho bona hape: “Ke a tsamaya; le tla mpatla, mme le tla shwela sebeng sa lona; moo ke yang teng, le ke ke la tla.” Bajuda ba re: “Na ke hobane o tla ipolaya, ha a re: Moo ke yang teng, le ke ke la tla? ” A re ho bona: “Lona le ba tlase mona, nna ke wa hodimo; lona le ba lefatshe lena, nna ha ke wa lefatshe lena. Ke ka baka leo ke itseng ho lona: Le tla shwela dibeng tsa lona, hobane ha le sa dumele hore e ntse e le nna, le tla shwela dibeng tsa lona.” Ba re ho yena: “O mang?” Jesu a re ho bona: “Hantle ke buelang le lona? Ke na le tse ngata tseo nka di buang ka lona le ho le ahlola, empa ya nthomileng ke wa nnete, mme tseo ke di utlwileng ho yena, ke di bua lefatsheng.” Ha ba a ka ba utlwisisa hore o bua le bona ka Ntate. Jesu a re: “Ha le se le phahamisitse Mora Motho, ke hona le tla tseba hore e ntse e le nna, le hore ha ke etse letho ka bonna, empa ke bua ditaba tsena jwalokaha Ntate a nthutile tsona. Ya nthomileng o na le nna; ha a ya ntlohela ke nnotshi, hobane ke etsa tse mo kgahlisang kamehla.” Ha a ntse a bua tsena, ba bangata ba dumela ho yena. Jwale Jesu a re ho Bajuda ba dumetseng ho yena: “Ha le tiisetsa lentsweng la ka, le barutuwa ba ka kannete; le tla tseba nnete, mme nnete e tla le lokolla.” Ba mo araba, ba re: “Re ditloholo tsa Aborahama, mme ha re eso ka re eba makgoba a motho le ka mohla. O bolela jwang ha o re: Le tla lokoloha?” Jesu a ba araba, a re: “Kannetenete, ke a le bolella hore e mong le e mong ya etsang sebe ke lekgoba la sebe. Lekgoba ha le dule tlung kamehla; mora o dula teng kamehla. Jwale ha Mora a le lokolla, le tla be le lokolohile ka sebele. Ke a tseba hore le ditloholo tsa Aborahama, empa le batla ho mpolaya, hobane lentswe la ka ha le fumane sebaka ka ho lona. Ke bua seo ke se boneng ho Ntate; lona le etsa seo le se utlwileng ho ntata lona.” Ba mo araba, ba re: “Ntata rona ke Aborahama.” Jesu a re ho bona: “Hoja le bana ba Aborahama, le ka be le etsa diketso tsa Aborahama, empa jwale le batla ho mpolaya, ke le motho ya le boleletseng nnete eo ke e utlwileng ho Modimo; hona Aborahama ha a ka a ho etsa. Lona le etsa diketso tsa ntata lona.” Ba re ho yena: “Ha re a tswalwa ka bohlola; re na le Ntate a le mong, e leng Modimo.” Jesu a re ho bona: “Ha Modimo e ne e le Ntata lona, le ka be le nthata, hobane ke tlile ke etswa ho Modimo; ha ke a tla ka bonna, empa ke yena ya nthomileng. Ke hobaneng ha le sa utlwisise puo ya ka? Ke kahobane le ke ke la utlwa lentswe la ka. Le tswa ho ntata lona, Diabolosi, mme le rata ho phetha ditakatso tsa ntata lona. Yena e bile mmolai ho tloha tshimolohong, mme ha a a ka a ema nneteng, hobane ha ho nnete ka ho yena. Ha a bua leshano, o bua tseo e leng tsa hae, kahobane o leshano, ke raleshano. Empa, hobane ke bolela nnete, ha le ntumele. Ke mang ho lona ya ka mpeang molato wa sebe? Ha ke bolela nnete, ke ka baka lang ha le sa ntumele? Ya tswang ho Modimo o utlwa dipolelo tsa Modimo; ke ka baka lena le sa utlweng, hobane ha le tswe ho Modimo.” Bajuda ba mo araba, ba re: “Na ha re nepe ha re re, o Mosamaria, mme o na le modemona?” Jesu a araba, a re: “Ha ke na modemona, empa ke hlompha Ntate, mme lona le a ntlhompholla. Nna ha ke ipatlele tlotla; o teng ya e batlang, ya ahlolang. Kannetenete, ke a le bolella, ha motho a boloka lentswe la ka, ha a ka ke a shwa le ka mohla.” Bajuda ba re ho yena: “Jwale re a tseba hore o na le modemona. Aborahama o shwele, le baporofeta ba shwele, empa o re: Ha motho a boloka lentswe la ka, ha a ka ke a shwa le ka mohla. Na wena o moholo ho ntata rona Aborahama, ya shweleng? Le baporofeta ba shwele. O iketsa mang?” Jesu a araba, a re: “Ha ke itlotlisa, tlotla ya ka hase letho; ya ntlotlisang ke Ntate, eo le reng ke Modimo wa lona, empa ha le mo tsebe; nna ke a mo tseba. Ha nka ka re ha ke mo tsebe, ke tla ba leshano jwaloka lona, empa ke a mo tseba, mme ke boloka lentswe la hae. Aborahama, ntata lona, o ile a nyakallela hore a bone letsatsi la ka, a ba a le bona, mme a thaba.” Bajuda ba re ho yena: “Ha o eso be le dilemo tse mashome a mahlano, na o bone Aborahama na?” Jesu a re ho bona: “Kannetenete, ke a le bolella, Aborahama a eso tswalwe, nna e ne e se ntse e le nna.” Yaba ba nka majwe ho mmetsa ka wona, empa Jesu a tswa ka Tempeleng, a ipata. Ha Jesu a feta, a bona monna ya tswetsweng e le sefofu. Barutuwa ba hae ba mmotsa, ba re: “Rabbi, ya entseng sebe ke mang? Ke yena, kapa batswadi ba hae, ha e le moo a tswetswe a foufetse?” Jesu a araba, a re: “Hase yena ya entseng sebe leha e le batswadi ba hae, empa e le hore mesebetsi ya Modimo e bonahale ho yena. Eka kgona re etse mesebetsi ya ya nthomileng e sa ntsane e le motsheare; bosiu bo a tla, boo ka bona ho seng ya ka sebetsang. Ha ke ntse ke le lefatsheng, ke lesedi la lefatshe.” Ha a buile tsena, a tshwela fatshe, a duba seretse ka mathe, a tlotsa mahlo a sefofu ka sona, mme a re ho sona: “Eya o iphotle letsheng la Silowame” ke ho re: Moromuwa. Sa ya, sa iphotla, sa kgutla se bona. Jwale ba ahisaneng le sona le ba se boneng pele e le mokopi, ba re: “Na hase yena ya neng a dula fatshe a kopa?” Ba bang ba re: “Ke yena.” Ba bang ba re: “Tjhe, o mpa a tshwana le yena.” Yena a re: “Ke nna.” Jwale ba re ho yena: “Mahlo a hao a tutubolohile jwang?” Yena a araba, a re: “Motho ya bitswang Jesu o ile a duba seretse, a tlotsa mahlo a ka, a re ho nna: Eya Silowame, o iphotle; ka ya, ka iphotla, ka bona.” Ba re ho yena: “O kae?” A re: “Ha ke tsebe.” Ba isa ya neng a foufetse ho Bafarisi. Letsatsi leo Jesu a neng a dube seretse ka lona, a tutubolla mahlo a hae, e ne e le la Sabatha. Bafarisi ba mmotsa hape hore na o foufolohile jwang. A re ho bona: “O ile a tlotsa mahlo a ka ka seretse; ka ya iphotla, mme ka bona.” Ba bang ho Bafarisi ba re: “Motho eo ha a tswe ho Modimo, hobane ha a boloke Sabatha.” Ba bang ba re: “Motho wa moetsadibe a ka tseba jwang ho etsa mehlolo e jwalo?” Karohano ya eba teng hara bona. Ba re hape ho sefofu: “Wena o reng ka yena, ha e le moo a o tutubolotse mahlo?” Sa re: “Ke moporofeta.” Bajuda ha ba a ka ba dumela hore o ne a foufetse, mme jwale o foufolohile, ho fihlela ba bitsa batswadi ba ya ileng a foufoloha. Ba ba botsa, ba re: “Na eo ke mora wa lona, eo le reng o tswetswe a foufetse? O bona jwang jwale?” Batswadi ba hae ba ba araba, ba re: “Re a tseba hore enwa ke mora wa rona, le hore o tswetswe a foufetse, empa ha re tsebe hore na o bona jwang jwale, le hore na ya mo tutubolotseng mahlo ke mang, ha re tsebe; mmotseng, o se a le moholo, o tla ipuella.” Batswadi ba hae ba ile ba bolela tsena ka ho tshaba Bajuda, hobane Bajuda ba ne ba se ba dumellane hore, ha motho a ka bolela hore ke Kreste, o tla kgaolwa phuthehong. Ka lebaka lena, batswadi ba hae ba re: “O se a le moholo, mmotseng.” Motho ya neng a foufetse a bitswa ke Bafarisi kgetlo la bobedi; ba re ho yena: “Bua nnete ya Modimo; re a tseba hore motho eno ke moetsadibe.” A araba, a re: “Ha ke tsebe hore ke moetsadibe; ke tseba ntho e le nngwe, e leng hore ke ne ke foufetse, jwale ke a bona.” Yaba ba re ho yena: “O ile a etsang ho wena? O ile a o tutubolla mahlo jwang?” A ba araba, a re: “Ke se ke le boleletse, mme ha le a ka la mamela; le rata ho utlwa hape ka baka lang? Na le lona le rata ho fetoha barutuwa ba hae?” Ba mo hlapaola, ba re: “Ke wena morutuwa wa hae, rona re barutuwa ba Moshe; re a tseba hore Modimo o ile a bua le Moshe, empa enwa ha re tsebe hore na o tswa kae.” Motho eo a ba araba, a re: “Ke taba e makatsang ha le sa tsebe hore na o tswa kae, empa a ntutubolotse mahlo. Re a tseba hore Modimo ha a utlwe baetsadibe, empa ha motho a tshaba Modimo, a etsa thato ya hae, Modimo o a mo utlwa. Ha ho eso ka ho utlwahala le ka mohla hore motho o kile a tutubolla mahlo a ya tswetsweng e le sefofu. Ha motho enwa a ne a sa tswe ho Modimo, o ne a ke ke a etsa letho.” Ba araba, ba re ho yena: “O tswetswe o le moetsadibe ka ho tlala, empa jwale o a re ruta?” Yaba ba a mo tebela. Jesu a utlwa hore ba mo tebetse. Ha a mo fumana, a re ho yena: “Na o dumela ho Mora Motho?” Yena a mmotsa, a re: “Ekaba ke mang, Morena, ke tle ke dumele ho yena?” Jesu a re ho yena: “O mmone, ebile ke yena ya buang le wena.” A re: “Ke a dumela, Morena,” mme a mo kgumamela. Yaba Jesu o re: “Ke tletse kahlolo lefatsheng lena, hore ba sa boneng ba bone, mme ba bonang ba foufale.” Bafarisi ba nang le yena ba utlwa tsena, mme ba re ho yena: “Na le rona re foufetse?” Jesu a re ho bona: “Ha le ne le foufetse, le ka be le se na sebe, empa jwale le re: Re a bona; ka hona sebe sa lona ha se hlakolwe. “Kannetenete, ke a le bolella, ya sa keneng lesakeng la dinku ka monyako, empa a tlolela le kahosele, ke leshodu le senokwane, empa ya kenang ka monyako ke modisa wa dinku. Molebedi wa monyako o a mmulela, mme dinku di utlwa lentswe la modisa, o di thobisa ka mabitso, ho ya kantle. Ha a ntshitse tsa hae kaofela, o di etella pele, mme dinku di a mo latela, kahobane di tseba lentswe la hae. Osele ha di ka ke tsa mo latela, empa di tla mmaleha, hobane ha di tsebe lentswe la basele.” Jesu o ile a ba bolella papiso ena, empa bona ha ba a ka ba utlwisisa hore na tseo a di buang ho bona ke dife. Jwale Jesu a boela a re ho bona: “Kannetenete, ke a le bolella hore ke nna monyako wa dinku. Bohle ba tlileng pele ho nna ke mashodu le dinokwane, mme dinku ha di a ka tsa ba utlwa. Ke nna monyako; ha motho a kena ka nna o tla pholoswa, mme o tla kena, a tswe, a fumane lekgulo. Leshodu le tlela feela ho utswa, le ho bolaya, le ho timetsa; nna ke tlile hore di be le bophelo, mme di be le bophelo ka ho tlala. “Ke nna modisa ya molemo. Modisa ya molemo o tella dinku tsa hae bophelo ba hae. Mohlanka, eo e seng modisa le monga dinku ka sebele, ha a bona phiri e etla, o tlohela dinku, a balehe, mme phiri e di tshware, e di qhalanye; ke hobane e le mohlanka, mme ha a tsotelle dinku. “Ke nna modisa ya molemo, mme ke tseba dinku tsa ka, le dinku tsa ka di a ntseba; jwalokaha Ntate a ntseba, le nna ke tseba Ntate, mme ke tella dinku tsa ka bophelo ba ka. Ke sa na le dinku tse ding, tseo e seng tsa lesaka lena. Le tsona eka kgona ke di tlise; di tla utlwa lentswe la ka, mme mohlape o tla ba mong, le modisa a be mong. Ke ka lebaka lena Ntate a nthatang, hobane ke tela bophelo ba ka, hore ke tle ke boele ke bo fumane. Ha ho ya nkamohang bona, empa ke bo tela ka ho rata. Ke na le tokelo ya ho bo tela, ke na le tokelo ya ho bo fumana hape; taelo ena ke e amohetse ho Ntate.” Karohano ya eba teng hape hara Bajuda ka baka la mantswe ana. Ba bangata ba re: “O na le modemona, o a hlanya; keng ha le mo mamela?” Ba bang ba re: “Mantswe ana hase a motho ya nang le modemona; na modemona o ka tutubolla difofu mahlo?” Jwale mokete wa ho kgethela Modimo Tempele, wa eba teng Jerusalema. E ne e le mariha, mme Jesu o ne a tsamaya ka Tempeleng mathuleng a Solomone. Bajuda ba mo teela hare, mme ba re ho yena: “O tla re dikadikisa ho fihlela neneng? Ha o le Kreste, re bolelle phatlalatsa.” Jesu a ba araba, a re: “Ke le boleletse, mme ha le dumele; mesebetsi eo ke e etsang ka lebitso la Ntate, ke yona e mpakang, empa ha le dumele, hobane ha le ba mohlape wa ka. Dinku tsa ka di utlwa lentswe le ka, ke a di tseba, mme di a ntatela. Ke di fa bophelo bo sa feleng, mme ha di ka ke tsa timela le ka mohla. Ha ho ya tla di hlwibila matsohong a ka. Ntate ya nneileng tsona o moholo ho bohle, mme ha ho ya ka tsebang ho di hlwibila matsohong a Ntate. Rona le Ntate re ntho e le nngwe.” Bajuda ba boela ba thonaka majwe ho mo tlepetsa. Jesu a re ho bona: “Ke le bontshitse mesebetsi e mengata, e molemo, e tswang ho Ntate; le ntlepeletsa mosebetsi ofe wa yona?” Bajuda ba araba, ba re: “Ha re o tlepeletse mosebetsi o molemo, empa re o tlepeletsa nyefolo, le kahobane ere o le motho, o iketsa Modimo.” Jesu a araba, a re: “Na ha ho a ngolwa Molaong wa lona, ha thwe: Ke itse, le medimo. Bao lentswe la Modimo le tlileng ho bona, Molao o ba bitsa medimo, mme Mangolo ha a ka ke a etsollwa. Jwale ho ya kang ha le re: O a nyefola, kahobane nna ya halaleditsweng, mme a romelwa lefatsheng ke Ntate, ke itse: Ke Mora wa Modimo? Haeba ke sa etse mesebetsi ya Ntate, le se ke la ntumela, empa ha ke e etsa, leha le sa ntumele, dumelang mesebetsi, hore le hlalohanye, mme le nne le tsebe hore Ntate o ka ho nna, le nna ke ka ho Ntate.” Jwale ba boela ba batla ho mo tshwara, empa a phonyoha matsohong a bona. A boela a tloha a ya mose ho Jorodane, sebakeng seo Johanne a neng a kolobeletsa ho sona pele, a hlola teng. Yaba ba bangata ba tla ho yena, ba re: “Johanne ha a a ka a etsa mohlolo leha o le mong, empa tsohle tseo Johanne a di boletseng ka monna enwa e ne e le nnete.” Hona moo ba bangata ba dumela ho yena. Jwale ho ne ho ena le monna ya kulang, Lasaro wa Bethania, motseng wa habo Maria le ngwanabo, Maretha. E ne e le Maria ya neng a tlotse Morena ka setlolo, mme a hlakola maoto a hae ka moriri wa hae, eo kgaitsedi ya hae, Lasaro, a neng a kula. Jwale bo-kgaitsedie ba romela ho Jesu, ba re: “Morena, tseba, eo o mo ratang o a kula.” Yare ha Jesu a utlwa, a re: “Ho kula hona ha ho ise lefung, empa ho isa tlotlisong ya Modimo, hore Mora wa Modimo a tlotliswe ka hona.” Jesu o ne a rata Maretha, le Maria, ngwanabo, le Lasaro. Ha a utlwa hore o a kula, a hlola matsatsi a mabedi sebakeng seo a neng a le ho sona. Kamorao ho moo, a re ho barutuwa ba hae: “A re yeng Judea hape.” Barutuwa ba re ho yena: “Rabbi, Bajuda ba sa tswa batla ba o tlepetsa ka majwe; na o sa ya teng hape?” Jesu a araba, a re: “Na hora tsa letsatsi ha di leshome le metso e mmedi na? Ha motho a tsamaya motsheare, ha a kgoptjwe, kahobane o bona lesedi la lefatshe lena, empa ha motho a tsamaya bosiu o a kgoptjwa, kahobane o hloka lesedi.” A bolela ditaba tsena, mme kamorao ho moo a re ho bona: “Lasaro, motswalle wa rona, o robetse, empa ke a ya, hore ke tle ke mo tsose.” Yaba barutuwa ba re ho yena: “Morena, ha a robetse, o tla fola.” Jesu o ne a bua ka ho shwa ha Lasaro, empa bona ba hopola hore o bua ka boroko ba mehla. Ya eba moo Jesu a ba bolellang phatlalatsa, a re: “Lasaro o shwele, mme ka baka la lona ke thabela hore ebe ke ne ke le siyo, le tle le dumele, empa a re yeng ho yena.” Jwale Thomase, ya bitswang Lefahla, a re ho barutuwa ba bang: “Le rona a re yeng, re tle re shwe le yena.” Ha Jesu a fihla, a fumana Lasaro a se a qetile matsatsi a mane lebitleng. Bethania e ne e le haufi le Jerusalema, sebaka se ka bang dikilomethara tse tharo. Bajuda ba bangata ba ne ba tlile ho Maretha le Maria, ho ba tshedisa ka kgaitsedi ya bona. Yare ha Maretha a utlwa hore Jesu o a tla, a ya mo kgahlanyetsa, empa Maria a sala a dutse ka tlung. Jwale Maretha a re ho Jesu: “Morena, hoja wa ba teng mona, kgaitsedi ya ka e ka be e sa shwa. Empa le jwale ke a tseba hore tsohle tseo o di kopang ho Modimo, Modimo o tla o nea tsona.” Jesu a re ho yena: “Kgaitsedi ya hao e tla tsoha.” Maretha a re ho yena: “Ke a tseba hore e tla tsoha mohla tsoho ya bafu, ka letsatsi la bofelo.” Jesu a re ho yena: “Ke nna tsoho le bophelo; ya dumelang ho nna leha a ka shwa o tla phela. Mang le mang ya phelang, mme a dumela ho nna, ha a ka ke a shwa le ka mohla o le mong; na o dumela hona na?” A re ho yena: “E, Morena; ke a dumela hore o Kreste, Mora wa Modimo, ya tlang lefatsheng.” Hoba a rialo, a ya bitsa ngwanabo Maria ka lekunutu, a re: “Moruti o teng, mme o a o bitsa.” Yare eo ha a utlwa, a ema kapele, a tla ho yena. Jesu o ne a eso kene motseng, empa o ne a sa le moo Maretha a mo kgahlanyeditseng teng. Ha Bajuda ba neng ba ena le yena ka tlung, ba mo tshedisa, ba bona hore Maria o ema kapele, o a tswa, ba mo latela, ba hopola hore o ya lebitleng ho ya llela teng. Ha Maria a fihla moo Jesu a leng teng, mme a mmona, a itihela maotong a hae, a re ho yena: “Morena, hoja wa ba teng mona, kgaitsedi ya ka e ka be e sa shwa.” Jesu ha a bona Maria a ntse a lla, le Bajuda ba tlileng le yena ba ntse ba lla, a hlabeha moyeng, a ferekana, a re: “Le mmeile kae?” Ba re ho yena: “Morena, tloo, o bone.” Jesu a keleketla dikeledi. Yaba Bajuda ba re: “Bonang kamoo a neng a mo rata kateng!” Ba bang ba bona ba re: “Na eo ya tutubolotseng mahlo a sefofu, a ka be a sa etsa hore le motho eo a se ka a shwa?” Jwale Jesu a boela a hlabeha pelong, a ya lebitleng. E ne e le lehaha, mme le ne le kwetswe ka letlapa. Jesu a re: “Tlosang letlapa.” Maretha, kgaitsedi ya ya shweleng, a re ho yena: “Morena, o se a nkga, hobane e se e le letsatsi la bone a shwele.” Jesu a re ho yena: “Na ha ke a o bolella hore, ha o dumela, o tla bona tlotla ya Modimo?” Yaba ba tlosa letlapa, mme Jesu a lelaletsa mahlo hodimo, a re: “Ntate, ke a o leboha ha o nkutlwile. Nna ke a tseba hore o nkutlwa kamehla, empa ke buile ka baka la letshwele le nteetseng hare, hore le tle le dumele hore o nthomile.” Hoba a rialo, a howa ke lentswe le phahameng, a re: “Lasaro, tswa!” Ya neng a shwele a tswa a thatilwe maoto le matsoho ka masela a bafu, sefahleho sa hae se thatilwe ka lesela. Jesu a re ho bona: “Mo tlamolleng, le mo lese a ikele.” Jwale ba bangata ba Bajuda ba neng ba tlile ho Maria, mme ba bona seo Jesu a se entseng, ba dumela ho yena, empa ba bang ba ya ho Bafarisi, ba ba bolella tseo Jesu a di entseng. Jwale baprista ba baholo le Bafarisi ba bitsa lekgotla, ba re: “Re tla etsang ha e le moo monna eo a etsa mehlolo e mengata? Ha re ka mo lesa jwaana, bohle ba tla dumela ho yena, mme Baroma ba tla tla, ba ripitle Tempele le setjhaba sa rona.” Empa e mong wa bona, Kaiafa, eo e neng e le Moprista e Moholo ka selemo seo, a re ho bona: “Ha le tsebe letho, leha e le ho utlwisisa, hore ho molemo ho lona hore motho a le mong a shwele setjhaba, e seng hore setjhaba sohle se timele.” Hona ha a a ka a ho bolela ka boyena, empa kaha e ne e le Moprista e Moholo ka selemo seo, o ne a ile a porofeta hore Jesu o se a tla shwela setjhaba, e seng setjhaba feela, empa le hore bana ba Modimo ba qhalakaneng a tle a ba bokellele bonngweng. Ho tloha ka letsatsi leo ba rera ho mmolaya. Ka baka leo, Jesu ha a a ka a hlola a tsamaya pontsheng hara Bajuda, empa a tloha moo, a ya naheng e haufi le lefeella, motseng o bitswang Efraime, mme a hlola teng le barutuwa. Paseka ya Bajuda e ne e le haufi, mme ba bangata ba tswang ka mathoko ba nyolohela Jerusalema, e eso be Paseka, hore ba tle ba itlhwekise. Jwale ba batla Jesu, ba botsana ba eme ka Tempeleng, ba re: “Le hopola jwang? Ebe a ke ke a tla moketeng na?” Baprista ba baholo le Bafarisi ba ne ba laetse hore ha e mong a ka tseba moo a leng teng, a bolele, ba tle ba mo tshware. Ha ho setse matsatsi a tsheletseng e eba Paseka, Jesu a ya Bethania, moo Lasaro, eo Jesu a neng a mo tsose bafung, a neng a le teng. Ba mo etsetsa dijo teng, Maretha a ba fepa, mme Lasaro e ne e le e mong wa ba nang le yena dijong. Maria a nka halofo ya lethara ya setlolo sa nareda ya sebele, ya bohlokwa, a tlotsa maoto a Jesu, a mo hlakola maoto ka moriri wa hae, mme ntlo ya tlala monko wa setlolo. Judase Isekariota, e mong wa barutuwa ba Jesu, ya neng a tla mo eka, a re: “Ke hobaneng ha setlolo see se sa ka sa rekiswa didenare tse makgolo a mararo, tsa newa mafutsana?” O ile a rialo, e seng hobane a ne a tsotella mafutsana, empa hobane e ne e le leshodu, mme kaha a ne a tshwara mokotla wa tjhelete, o ne a utswa tse kentsweng kateng. Yaba Jesu o re: “Mo lese, a se bolokele letsatsi la kepelo ya ka, hobane mafutsana le na le wona kamehla, empa nna le ke ke la ba le nna kamehla.” Letshwelehadi la Bajuda la tseba hore o teng moo, mme la tla, e seng ka baka la Jesu feela, empa le hore le bone Lasaro eo a mo tsositseng bafung. Baprista ba baholo ba rera hore le yena Lasaro a bolawe, hobane ka baka la hae, Bajuda ba bangata ba ne ba ba kwenehela, ba dumela ho Jesu. Ka la hosasane, letshwelehadi le tlileng moketeng ha le utlwa hore Jesu o tla Jerusalema, la nka makala a dipalema, la tswa ho ya mo kgahlanyetsa, mme la howa, la re: “Hosanna! Ho bokwe ya tlang ka lebitso la Morena, Kgosi ya Iseraele!” Yare ha Jesu a fumana petsana ya tonki, a e palama, jwalokaha ho ngotswe, ho thwe: “Se tshabe, moradi wa Sione: bona, Kgosi ya hao e a tla, e palame petsana ya tonki.” Ho qaleng barutuwa ba hae ha ba a ka ba utlwisisa ditaba tsena, empa yare ha Jesu a se a tlotlisitswe, ba hopola hore ditaba tsena di ne di ngotswe ka yena, mme tsena ba mo entse tsona. Jwale letshwele le neng le ena le yena ha a bitsa Lasaro lebitleng, a mo tsosa bafung, le ne le paka hoo. Ka baka leo, letshwele la mo kgahlanyetsa, hobane le utlwile hore o entse mohlolo ona. Jwale Bafarisi ba buisana, ba re: “Na le a bona hore ha le thuse letho? Bonang, lefatshe lohle le mo setse morao!” Ho ne ho ena le Bagerike ba bang hara ba nyolohang ho ya kgumamela Modimo moketeng. Ba tla ho Filipi wa Bethesaida e Galelea, ba kopa, ba re: “Monghadi, re rata ho bona Jesu.” Filipi a ya bolella Andrease; Andrease le Filipi ba ya bolella Jesu. Jesu a ba araba, a re: “Nako e fihlile ya hore Mora Motho a tlotliswe. Kannetenete, ke a le bolella, ha tlhaku ya koro e welang mobung, e sa shwe, e sala e le inotshi, empa ha e eshwa, e beha ditholwana tse ngata. Ya ratang bophelo ba hae, bo tla mo lahlehela, mme ya hloyang bophelo ba hae lefatsheng lena, o tla bo bolokela bophelo bo sa feleng. Ha motho a ntshebeletsa, a ntatele, mme moo ke leng teng, le mosebeletsi wa ka o tla ba hona teng; ha motho a ntshebeletsa, Ntate o tla mo hlompha. “Jwale moya wa ka o ferekane. Ke tla reng? Na ke tla re: Ntate, o mpholose nakong ena? Empa ke ka lebaka lena ke fihletsweng ke nako ena. Ntate, tlotlisa lebitso la hao!” Yaba ho tswa lentswe lehodimong, le re: “Ke le tlotlisitse, mme ke sa tla le tlotlisa hape.” Letshwele le neng le eme moo, ha le utlwa, la re ke letolo. Ba bang ba re: “Lengeloi le buile le yena.” Jesu a araba, a re: “Lentswe lena ha le a bua ka baka la ka, empa ke ka baka la lona. Jwale ke kahlolo ya lefatshe lena; jwale mmusi wa lefatshe lena o tla lahlelwa kantle, mme nna, ha ke se ke phahamisitswe, ke tlohile lefatsheng, ke tla hulela batho bohle ho nna.” A rialo ho supa hore na o tla shwa lefu le jwang. Yaba letshwele le a mo araba, le re: “Re utlwile Molaong hore Kreste o tla hlola ka ho sa feleng, empa wena o bolela jwang ha o re eka kgona Mora Motho a phahamiswe? Mora enwa wa motho ke mang?” Jesu a re ho bona: “Lesedi le sa na le lona ka nakwana. Tsamayang ha le sa ntse le ena le lesedi, esere mohlomong lefifi la le tshwara. Ya tsamayang lefifing ha a tsebe moo a yang teng. Ha le sa ntse le ena le lesedi, dumelang ho lesedi, e le hore le tle le be bana ba lesedi.” Jesu a bua ditaba tsena, mme a tloha a ipatela bona. Le hoja a entse mehlolo e mengata hakaalo pela bona, ha ba a ka ba dumela ho yena, e le hore ho phethahale lentswe leo moporofeta Esaya a ileng a le bolela, a re: “Morena, ke mang ya dumelang seo re se bolelang? Tsoho la Morena le bonahaditswe ho mang?” Ka baka leo, ba ne ba ke ke ba dumela, kahobane Esaya a ile a boela a re: “O foufaditse mahlo a bona, a thatafatsa dipelo tsa bona, hore ba se ke ba bona ka mahlo, ba utlwisisa ka pelo, ba sokoloha, mme ka ba fodisa.” Esaya o ile a bolela tsena hobane a ne a bone tlotla ya Morena, mme a bua ka yena. Leha ho le jwalo, esita le ba bangata ba baokamedi ba ile ba dumela ho yena, empa ka baka la Bafarisi, ha ba a ka ba bolela, esere ba tebelwa tlung ya thapelo, hobane ba ne ba rata tlotla e tswang ho batho ho feta tlotla e tswang ho Modimo. Jwale Jesu a phahamisa lentswe, a re: “Ya dumelang ho nna ha a dumele ho nna, empa o dumela ho ya nthomileng, mme ya mponang o bona ya nthomileng. Nna ke tlile lefatsheng ke le lesedi, hore mang le mang ya dumelang ho nna a se ke a ba lefifing. “Ha motho a utlwa dipolelo tsa ka, a sa di boloke, ha ke mo ahlole, hobane ha ke a tlela ho ahlola lefatshe, empa ke tletse ho pholosa lefatshe. Ya nkganang, a sa amohele dipolelo tsa ka, o na le ya mo ahlolang: lentswe leo ke le buileng le tla mo ahlola ka tsatsi la bofelo, hobane ha ke a ka ka bua ka bonna, empa Ntate ya nthomileng o nneile taelo ya seo ke tla se bolela le ya seo ke tla se bua. Ke a tseba hore taelo ya hae ke bophelo bo sa feleng. Ka baka leo, tseo ke di buang ke di bua jwalokaha Ntate a mpoleletse tsona.” E ne e le pele ho mokete wa Paseka. Jesu o ne a tseba hore nako ya hae ya ho tloha lefatsheng lena, a eya ho Ntatae, e fihlile. O ne a ratile ba hae ba lefatsheng, mme a nna a ba rata ho isa qetellong. Ha ho jewa dijo tsa mantsiboya, Diabolosi o ne a se a kentse pelong ya Judase, mora Simone Isekariota, maikutlo a hore a eke Jesu. Jesu, ka ho tseba hore Ntatae o mo neile tsohle matsohong, le hore o tswa ho Modimo, mme o ya ho Modimo, a tloha dijong, a hlobola seaparo, mme a nka thaole, a itlama ka yona thekeng. A nto kga metsi, mme a qala ho hlatswa maoto a barutuwa le ho a hlakola ka thaole eo a neng a itlamile ka yona. Ha a etla ho Simone Petrose, eo a re ho yena: “Morena, na ke wena o ka ntlhatswang maoto?” Jesu a araba, a re ho yena: “Seo ke se etsang ha o se tsebe hajwale, empa o tla se utlwisisa hamorao.” Petrose a re ho yena: “Ha o ka ke wa ntlhatswa maoto le kgale!” Jesu a mo araba, a re: “Ha ke sa o hlatswe, ha o na kabelo ho nna.” Simone Petrose a re ho yena: “Morena, e se be maoto a ka feela, empa le wona matsoho le hlooho!” Jesu a re ho yena: “Ya totseng o hlwekile kahohle, mme ha a sa hloka ho hlatsuwa haese maoto feela. Lona le hlwekile, empa e seng bohle.” O ne a tseba ya tla mo eka, mme ke ka baka leo a itseng: “Ha le a hlweka bohle.” Jwale ha a ba hlatswitse maoto, a apara seaparo sa hae, a boela a dula, a re ho bona: “Na le utlwisisa seo ke se entseng ho lona? Le mpitsa Moruti le Morena, mme le bolela hantle, hobane ke yena. Jwale he, ha ke le hlatswitse maoto, nna ke le Morena le Moruti, le lona le tshwanetse ho hlatswana maoto. Ke le beetse mohlala, hore le lona le tle le etse jwalokaha ke le entse. Kannetenete, ke a le bolella, mohlanka ha a moholo ho monga hae, le moromuwa ha a moholo ho ya mo romileng. Ha le tseba tsena, le lehlohonolo ha le ka di etsa. “Ha ke bue ka lona bohle; ke tseba bao ke ba kgethileng. Empa Mangolo a reng: Eo ke ntshanang se inong le yena, o nthahile ka serethe, a tshwanetse ho phethahala. “Ke le bolella e sa le jwale, pele ho etsahala, hore le tle le dumele ha ho etsahala, hore nna e ntse e le nna. Kannetenete, ke a le bolella, ya amohelang eo nka mo romang, o a nkamohela, mme ya nkamohelang, o amohela ya nthomileng.” Yare hoba Jesu a bolele tsena, a ferekana moyeng, a bua phatlalatsa, a re: “Kannetenete, ke a le bolella hore e mong wa lona o tla nkeka.” Barutuwa ba tadimana, ba tsielehile hore na o bua ka mang. E mong wa barutuwa ba hae, eo Jesu a neng a mo rata, o ne a itshetlehile sefubeng sa Jesu. Jwale Simone Petrose a mo qhwaya, hore a botse na o bua ka mang. Eo ya itshetlehileng sefubeng sa Jesu a re ho yena: “Morena, motho eo ke mang?” Jesu a araba, a re: “Ke eo ke tla qopetsa sengwathwana, ke mo nee sona.” Ha a qopeditse sengwathwana, a se nka, a se nka, a se nea Judase, mora Simone Isekariota. Hoba Judase a je sengwathwana, Satane a kena ka ho yena. Yaba Jesu o re ho yena: “Seo o se etsang, se etse kapele.” Empa ha ho a ba le ya mong wa ba neng ba le dijong, ya ileng a tseba hore na o mmoleletse jwalo ka baka lang, hobane ba bang ba ne ba hopola hore, kaha Judase a ne a tshwere mokotlana wa tjhelete, Jesu o re ho yena: “Reka tseo re di hlokang bakeng sa mokete,” kapa a fe mafutsana ho hong. Jwale ha a se a amohetse sengwathwana, a tswa hanghang. E ne e le bosiu. Ha Judase a se a tswile, Jesu a re: “Jwale Mora Motho o tlotlisitswe, mme Modimo o tlotlisitswe ka yena. Ha Modimo a tlotlisitswe ka yena, Modimo le yena o tla tlotlisa Mora Motho, mme o tla mo tlotlisa kapelepele. “Bana ba ka, ke sa tla ba le lona ka nakwana; le tla mpatla, mme jwalokaha ke ile ka bolella Bajuda, ka re: Moo ke yang teng, le ke ke la tla, le ho lona ke rialo jwale. “Ke le nea taelo e ntjha, ya hore le ratane; jwalokaha ke le ratile, le lona le ratane. Bohle ba tla tseba ka hona hore le barutuwa ba ka, ha le ratana.” Simone Petrose a re ho yena: “Morena, o ya kae?” Jesu a araba, a re: “Moo ke yang teng o ke ke wa ntatela hajwale, feela o tla ntatela hamorao.” Petrose a re ho yena: “Morena, ke ka baka lang nke keng ka o latela hajwale? Ke tla o tella bophelo ba ka!” Jesu a araba, a re: “Na o tla ntella bophelo ba hao na? Kannetenete, ke a o bolella: Mokoko o eso lle, o tla be o se o ntatotse hararo. “Pelo tsa lona di se ferekane. Dumelang ho Modimo; le ho nna le dumele. Ka tlung ya Ntate ho na le meaho e mengata; hoja ha ho jwalo, nka be ke le boleletse, hobane ke ya ho le lokisetsa bodulo. Ha ke se ke ile, ke le lokiseditse bodulo, ke tla boela ke tle ke le nkele ho nna, hore moo nna ke leng teng, le lona le be hona teng. Ebile moo ke yang, tsela ya teng le a e tseba.” Thomase a re ho yena: “Morena, ha re tsebe moo o yang teng; tsela re ka e tseba jwang na?” Jesu a re ho yena: “Ke nna tsela, le nnete, le bophelo; ha ho ya ka tlang ho Ntate haese ka nna. Ha le ntseba, le Ntate le a mo tseba. Ho tloha jwale le a mo tseba, le bile le mmone.” Filipi a re ho yena: “Morena, re bontshe Ntate, e be ho re lekane.” Jesu a re ho yena: “Ke bile le lona nako e kaakaale, empa ha o a ka wa ntseba, Filipi? Ya mponeng o bone Ntate; o bolela jwang ha o re: Re bontshe Ntate? Na ha o dumele hore ke ka ho Ntate, le Ntate o ka ho nna na? Dipolelo tseo ke le bolellang tsona, ha ke di bolele di etswa ho nna, empa Ntate ya dulang ka ho nna o etsa mesebetsi ya hae. Ntumeleng ha ke re ke ka ho Ntate, le Ntate o ka ho nna; ha le sa ntumele, dumelang ka baka la yona mesebetsi eo. Kannetenete, ke a le bolella, ya dumelang ho nna, le yena o tla etsa mesebetsi eo ke e etsang, a etse le e fetang ena, hobane ke ya ho Ntate. Eng le eng eo le e kopang ka lebitso la ka, ke tla e etsa, hore Ntate a tlotliswe ka Mora. Ha le kopa eng kapa eng ka lebitso la ka, ke tla e etsa. “Haeba le a nthata, le tla boloka ditaelo tsa ka. Ke tla kopa Ntate, mme o tla le nea Mothusi e mong, hore a be le lona ka ho sa feleng, e leng Moya wa nnete, oo lefatshe le ke keng la o amohela, hobane ha le o bone leha e le ho o tseba; lona le a o tseba hobane o dula le lona, mme o ka ho lona. Ha ke na ho le siya le le dikgutsana, ke tla tla ho lona. Ho se ho se hokae, mme lefatshe ha le sa tla mpona, empa lona le a mpona, hobane ke a phela, le lona le tla phela. Mohlang oo le tla tseba hore ke ka ho Ntate, mme lona le ka ho nna, le nna ke ka ho lona. Ya nang le ditaelo tsa ka, mme a di boloka, ke yena ya nthatang; ya nthatang o tla ratwa ke Ntate, le nna ke tla mo rata, mme ke tla iponahatsa ho yena.” Judase, e seng Judase Isekariota, a re ho yena: “Morena, ho tla jwang hore ebe o se o tla iponahatsa ho rona, e seng ho lefatshe na?” Jesu a mo araba, a re: “Ha motho a nthata, o tla boloka lentswe la ka, mme Ntate o tla mo rata, re tla tla ho yena, mme re dule ka ho yena. Ya sa nthateng ha a boloke mantswe a ka, mme lentswe leo le le utlwang hase la ka, empa ke la Ntate ya nthomileng. “Ke buile tsena ho lona ke sa ntse ke ena le lona, empa Mothusi, Moya o Halalelang oo Ntate a tla o romela lebitsong la ka, yena o tla le ruta tsohle, a le hopotse tsohle tseo ke le boleletseng tsona. Ke le siela kgotso, ke le fa kgotso ya ka; ha ke le fe kamoo lefatshe le fanang kateng. Pelo tsa lona di se ferekane, leha e le ho ba boi. “Le utlwile hore ke le boleletse, ka re: Ke a ya, mme ke tla kgutlela ho lona. Haeba le ne le nthata, le ka be le thabile, hobane ke ya ho Ntate, kaha Ntate o moholo ho nna. Ke le boleletse e sa le jwale, pele ho etsahala, hore ha ho etsahala le tle le dumele. Ha ke sa tla bua tse ngata le lona, hobane mmusi wa lefatshe o a tla. Ha a na matla hodima ka, empa lefatshe le tshwanetse ho tseba hore ke rata Ntate, mme ke etsa jwalokaha Ntate a ntaetse. Emang, a re tloheng mona. “Ke nna sefate sa nnete sa morara, mme Ntate ke molemi. Lekala le leng le le leng le ho nna le sa beheng ditholwana, o a le poma, mme le leng le le leng le behang ditholwana, o a le faola, hore le tle le behe ditholwana tse ngata ho feta. Lona le se le hlwekile ka baka la lentswe leo ke le buileng ho lona. Dulang ka ho nna, le nna ka ho lona. Jwalokaha lekala le ke ke la beha ditholwana ka bolona ha le se sefateng sa morara, ho jwalo le ho lona ha le sa dule ka ho nna. “Ke nna sefate sa morara, lona le makala. Ya dulang ka ho nna, le nna ka ho yena, o beha ditholwana tse ngata, hobane ntle ho nna le ke ke la etsa letho. Ha motho a sa dule ka ho nna, o lahlelwa kantle jwaloka lekala, mme a omelle. Makala a a bokellwa, a lahlelwe mollong, a tjhe. Ha le dula ka ho nna, le dipolelo tsa ka di dula ka ho lona, kopang seo le se batlang, mme le tla se newa. Ntate o tlotliswa ka hona: ha le beha ditholwana tse ngata, le tla ba barutuwa ba ka. “Jwalokaha Ntate a nthatile, le nna ke le ratile jwalo; dulang leratong la ka. Ha le boloka ditaelo tsa ka, le tla dula leratong la ka, jwalokaha ke bolokile ditaelo tsa Ntate, mme ke dula leratong la hae. “Ke buile ditaba tsena ho lona hore thabo ya ka e be ka ho lona, mme thabo ya lona e be e phethehileng. Ena ke taelo ya ka, hore le ratane jwalokaha ke le ratile. Ha ho ya nang le lerato le fetang lena, la hore motho a telle metswalle ya hae bophelo ba hae. Lona le metswalle ya ka, ha le etsa seo ke le laelang sona. Ha ke sa le bitsa bahlanka, hobane mohlanka ha a tsebe seo monga hae a se etsang, empa lona ke le bitsitse metswalle, hobane ke le tsebisitse tsohle tseo ke di utlwileng ho Ntate. Hase lona le nkgethileng, empa ke nna ke le kgethileng, mme ke le beile hore le ye, le behe ditholwana, mme ditholwana tsa lona di dulele ruri, hore eng le eng eo le e kopang Ntate ka lebitso la ka, a le fe yona. Seo ke le laelang sona, ke hore le ratane. “Ha lefatshe le le hloya, tsebang hore le ile la ntlhoya pele ho lona. Ha le ne le le ba lefatshe, lefatshe le ka be le ratile seo e leng sa lona, empa kahobane le se ba lefatshe, ke mpa ke le kgethile ho ba lefatsheng, lefatshe le le hloile ke hona. Hopolang polelo eo ke le boleletseng yona: Mohlanka ha a moholo ho monga hae. Ha ba ntlhorisitse, le lona ba tla le hlorisa; ha ba bolokile lentswe la ka, le la lona ba tla le boloka. Empa ba tla le etsa tsena tsohle ka baka la lebitso la ka, hobane ba sa tsebe ya nthomileng. Ha ke ne ke sa ka ka tla ho bua le bona, ba ka be ba se na sebe, empa jwale ha ba na boitatolo ka sebe sa bona. Ya ntlhoileng, o hloile Ntate. Ha ke ne ke sa ka ka etsa mesebetsi hara bona, eo ho seng le ya mong ya e entseng, ba ka be ba se na sebe, empa jwale ba bone, mme ba hloile rona le Ntate. Empa lentswe le ngotsweng Molaong wa bona, le reng: Ba ntlhoile ntle ho lebaka, le tshwanetse ho phethahala. “Ha Mothusi eo ke tla mo romela ho lona a tlile a etswa ho Ntate, Moya wa nnete o tswang ho Ntate, o tla mpaka, mme le lona le tla mpaka, hobane le bile le nna ho tloha qalong. “Tsena ke di buile ho lona hore le se ke la kweneha. Ba tla le tebela matlung a thapelo; etswe nako e a tla eo ka yona mang kapa mang ya le bolayang, a tla hopola hore o sebeletsa Modimo. Tsena tsohle ba tla di etsa hobane ba sa ka ba tseba Ntate leha e le nna. Empa ke le boleletse tsena, hore ha nako ya tsona e fihla, le hopole hore ke le boleletse tsona. “Ha ke a ka ka le bolella tsena ho tloha qalong, hobane ke ne ke ena le lona. “Jwale ke ya ho ya nthomileng, mme ha ho le ya mong wa lona ya mpotsang, a re: O ya kae?>*** Kahobane ke le boleletse tsena, dipelo tsa lona di tletse maswabi. Empa ke le bolella nnete: Ho molemo ho lona hore ke ye, hobane ha ke sa ye, Mothusi a ke ke a tla ho lona; athe ha ke eya, ke tla mo romela ho lona. Ha eo a etla, o tla kgodisa lefatshe ka tsa sebe, le ka tsa toka, le ka tsa kahlolo; ka tsa sebe, hobane ba sa dumele ho nna; ka tsa toka, hobane ke ya ho Ntate, mme ha le sa tla hlola le mpona; ka tsa kahlolo, hobane mmusi wa lefatshe lena o se a ahlotswe. “Ke sa na le tse ngata tseo nka beng ke le bolella tsona, empa le ke ke la di kopa hajwale; athe ha eo, Moya wa nnete, a etla, o tla le tsamaisa nneteng yohle, hobane a ke ke a bua tsa hae, empa o tla bua tseo a di utlwang, mme o tla le tsebisa tse tlang. Yena o tla ntlotlisa, hobane o tla nka ho tsa ka, a le tsebise tsona. Tsohle tseo Ntate a nang le tsona ke tsa ka; ka baka leo, ke itse o nka ho tsa ka, a le phatlalletse tsona. “Kamora nakwana ha le sa tla mpona, empa kamora nakwana, le tla boela le mpona.” Jwale ba bang ba barutuwa ba hae ba botsana, ba re: “Ke eng eo a re bolellang yona, ha a re: Kamora nakwana ha le na ho mpona, empa kamora nakwana le tla boela le mpona? le ha a re: Kahobane ke ya ho Ntate? ” Jwale ba re: “Ke ho reng ha a re: Kamora nakwana? Ha re tsebe seo a se bolelang.” Jesu a tseba hore ba rata ho mmotsa, mme a re ho bona: “Na le botsana ka taba ee, hobane ke itse: Kamora nakwana, ha le na ho mpona, empa kamora nakwana le tla boela le mpona?>*** Kannetenete ke a le bolella: Le tla lla, mme le tla hlomoha, athe lefatshe le tla thaba; le tla swaba, empa maswabi a lona a tla fetoha thabo. Mosadi ha a beleha o utlwa bohloko, hobane nako ya hae e fihlile, empa ha a se a belehile, ha a sa hlola a hopola bohloko ba pelehi, ka baka la thabo ya hore ho tswetswe motho lefatsheng. Efela le lona le swabile hajwale, empa ke tla boela ke le bona, mme pelo tsa lona di tla thaba; ha ho ya tla le amoha thabo ya lona. Mohlang oo ha le na ho mpotsa letho. Kannetenete, ke a le bolella hore eng kapa eng eo le e kopang ho Ntate ka lebitso la ka, o tla le nea yona. Ho fihlela jwale ha le eso kope letho ka lebitso la ka; kopang, mme le tla fuwa, hore thabo ya lona e be e phethehileng. “Ke buile ditaba tsena ho lona ka dipapiso; nako e a tla eo ka yona ke sa tlo hlola ke bua ho lona ka dipapiso, empa ke tla le tsebisa Ntate ka mokgwa o totobetseng. Mohlang oo le tla kopa ka lebitso la ka, empa ha ke re ho lona ke tla le rapella ho Ntate, hobane Ntate ka sebele sa hae o a le rata, kaha le nthatile, mme le dumetse hore ke tswa ho Modimo. Ke tswa ho Ntate, mme ke tlile lefatsheng; ke tloha lefatsheng hape, ke ya ho Ntate.” Barutuwa ba hae ba re: “Bona, jwale o bua ka mokgwa o totobetseng, e seng ka papiso. Jwale re a tseba hore o tseba tsohle, mme ha ho hlokahale hore mang kapa mang a o botse; ka hona re dumela hore o tswa ho Modimo.” Jesu a ba araba, a re: “Na jwale le a dumela? Bonang, nako e a tla, mme e se e fihlile, ya hore le qhalane, e mong le e mong a ye ha hae, mme le ntshiye ke le mong; feela ha ke mong, hobane Ntate o na le nna. “Ditaba tsena ke di buile ho lona hore le tle le fumane kgotso ho nna. Le tla ba le matshwenyeho lefatsheng, empa kgothalang, nna ke hlotse lefatshe.” Jesu a bua tsena, mme a lelaletsa mahlo lehodimong, a re: “Ntate, nako e fihlile; tlotlisa Mora wa hao, hore Mora a tle a o tlotlise, jwalokaha o mo neile matla hodima batho bohle, hore bohle bao o mo neileng bona, a tle a ba nee bophelo bo sa feleng. Bophelo bona bo sa feleng ke hore ba o tsebe, o le Modimo a le mong, wa nnete, le Jesu Kreste eo o mo romileng. Ke o tlotlisitse lefatsheng, ke phethile mosebetsi oo o nneileng wona hore ke o etse. Jwale, wena Ntate, ntlotlise kapele ho wena ka tlotla eo ke bileng le yona ho wena, lefatshe le eso be teng. “Bao o nneileng bona lefatsheng, ke ba rutile lebitso la hao. E ne e le ba hao, o nneile bona, mme ba bolokile lentswe la hao. Jwale ba tsebile hore tsohle tseo o nneileng tsona di tswa ho wena, hobane mantswe ao o nneileng wona, ke ba neile wona. Ba a amohetse, ba tsebile kannete hore ke tswa ho wena, mme ba dumetse hore o nthomile. Ke a ba rapella; ha ke rapelle lefatshe, empa ke rapella bao o nneileng bona, hobane ke ba hao. Tsohle tsa ka ke tsa hao, le tsa hao ke tsa ka, mme ke tlotlisitswe ka bona. Ha ke sa le lefatsheng, empa bona ba ntse ba le lefatsheng, athe nna ke tla ho wena. Ntate ya halalelang, o ba boloke ka lebitso la hao leo o nneileng lona, hore ba be ntho e le nngwe jwaloka rona. Ha ke ne ke sa na le bona, ke ba bolokile ka lebitso la hao leo o nneileng lona, ka ba sireletsa, mme ha ho a timela le ya mong wa bona, haese ya loketseng ho timela, hore Mangolo a tle a phethahale. “Jwale ke tla ho wena. Ke bua tsena ke sa ntse ke le lefatsheng, hore ba be le thabo ya ka e phethehileng ka ho bona. Ke ba neile lentswe la hao, mme lefatshe le ba hloile, hobane hase ba lefatshe, jwalokaha le nna ke se wa lefatshe. Ha ke rapele hore o ba tlose lefatsheng, empa e le hore o ba sireletse ho E Mobe. Hase ba lefatshe, jwalokaha le nna ke se wa lefatshe. Ba halaletse nneteng; lentswe la hao ke nnete. Jwalokaha o nthomile lefatsheng le nna ke ba romile lefatsheng, mme ke ikgalaletsa ka baka la bona, hore le bona ba halaletswe nneteng. “Ha ke rapelle bona feela, empa ke rapella le ba dumelang ho nna ka lentswe la bona, hore bohle ba tle ba be ntho e le nngwe, jwalokaha wena, Ntate, o le ka ho nna, le nna ke le ka ho wena, hore le bona ba tle ba be ka ho rona, lefatshe le tle le dumele hore o nthomile. Tlotla eo o nneileng yona ke ba neile yona, hore ba tle ba be ntho e le nngwe, jwalokaha le rona re le ntho e le nngwe: Nna ka ho bona le wena ka ho nna, hore ba be ntho e le nngwe ka botlalo, lefatshe le tle le tsebe hore o nthomile, le hore o ba ratile jwalokaha o nthatile. “Ntate, bao o nneileng bona, ke rata hore moo ke leng teng le bona ba be hona teng, hore ba bone tlotla ya ka, eo o nneileng yona, hobane o nthatile ho eso thewe lefatshe. “Ntate ya lokileng, lefatshe ha le a ka la o tseba, empa nna ke o tsebile, mme bana ba tsebile hore o nthomile. Ke ba tsebisitse lebitso la hao, mme ke tla nne ke ba tsebise lona, e le hore lerato leo o nthatileng ka lona le tle le be ka ho bona, le nna ke be ka ho bona.” Hoba Jesu a bolele tsena, a tswa le barutuwa ba hae, a tshelela mose ho nokana ya Kederone, moo ho neng ho ena le serapa teng; a kena ho sona le barutuwa ba hae. Le yena Judase ya mo ekang, o ne a tseba sebaka seo, hobane Jesu le barutuwa ba hae ba ne ba phuthehela teng kgafetsa. Jwale Judase a ya teng le lebotho la bahlabani le balebedi ba neng ba romilwe ke baprista ba baholo le Bafarisi, ba tshwere mabone, le dirumola, le dihlomo. Jesu, ka ho tseba tsohle tse mo tlelang, a ya ho bona, mme a re: “Le batla mang?” Ba mo araba, ba re: “Jesu wa Nasaretha.” A re ho bona: “Ke nna enwa.” Le yena Judase, ya mo ekang, o ne a eme le bona. Jwale ha a ba bolella, a re: “Ke nna enwa,” ba tjhetjha ka santhao, mme ba wela fatshe. A ba botsa hape, a re: “Le batla mang?” Ba re: “Jesu wa Nasaretha.” Jesu a ba araba, a re: “Ke le boleletse hore ke nna; haeba le batla nna he, lesang batho bana ba ikele;” e le hore ho tle ho phethahale polelo eo a e boletseng, a re: “Ha ho a lahleha le ya mong wa bao o nneileng bona.” Yaba Simone Petrose, ya neng a ena le sabole, o a e tsomula, o hlatha mohlanka wa Moprista e Moholo, o mo poma tsebe ya letsoho le letona. Lebitso la mohlanka eo e ne e le Malekose. Empa Jesu a re ho Petrose: “Busetsa sabole selateng; na ha nka ke ka nwa senwelo seo Ntate a nneileng sona na?” Jwale lebotho la bahlabani, le ena le molaodi wa lona wa ba sekete, le balebedi ba neng ba romilwe ke Bajuda, ba tshwara Jesu, ba mo tlama. Ba mo isa ho Hannase pele, hobane e ne e le mohwe wa Kaiafa, eo e neng e le Moprista e Moholo ka selemo seo. Kaiafa e ne e le yena ya eleditseng Bajuda, a re: Ho molemo ha motho a le mong a ka shwela setjhaba. Simone Petrose le morutuwa e mong ba latela Jesu. Morutuwa eo o ne a tsejwa ke Moprista e Moholo, mme a kena le Jesu lebaleng la ntlo ya Moprista e Moholo. Petrose a ema monyako, kantle. Yaba morutuwa e mong eo, ya neng a tsejwa ke Moprista e Moholo, o a tswa, o bua le mosadi ya lebelang monyako, mme a kenya Petrose. Jwale lekgabunyane le lebelang monyako la re ho Petrose: “Na wena ha o e mong wa barutuwa ba monna eo?” A re: “Ha ke yena.” Bahlanka le balebedi ba ne ba besitse mollo wa mashala, ba eme, ba ikomosa, hobane ho ne ho bata. Petrose le yena a ema la bona, a ikomosa. Jwale Moprista e Moholo a botsa Jesu ka tsa barutuwa ba hae le ka tsa thuto ya hae. Jesu a mo araba, a re: “Ke buile le lefatshe phatlalatsa; ke rutile ka matlung a thapelo le ka Tempeleng kamehla, moo Bajuda bohle ba phuthehelang teng, mme ha ke a ka ka bua letho lekunutung. O mpotsetsang? Botsa ba utlwileng seo ke se buileng ho bona; ke bona ba tsebang seo ke se buileng.” Yare ha a rialo, e mong wa balebedi ya neng a eme haufi, a jabela Jesu, a re: “Na o hle o arabe Moprista e Moholo jwalo?” Jesu a mo araba, a re: “Haeba ke buile hampe, bolela bobe boo, empa haeba ke buile hantle, o nkotlelang na?” Jwale Hannase a mo romela a tlamilwe ho Kaiafa, Moprista e Moholo. Simone Petrose o ne a eme a ntse a ikomosa. Yaba ba re ho yena: “Na wena ha o e mong wa barutuwa ba hae na?” Yena a latola, a re: “Ha ke yena.” E mong wa bahlanka ba Moprista e Moholo, ya tswalanang le eo Petrose a mo kgaotseng tsebe, a re: “Na ha ke a ka ka o bona o ena le yena serapeng?” Petrose a boela a latola, mme hanghang mokoko wa lla. Jwale Bajuda ba tloha ha Kaiafa, ba isa Jesu tlung ya bobusisi, e sa le kameso. Bona ha ba a ka ba kena ka tlung ya bobusisi, hore ba tle ba je Paseka ba sa silafala. Ka baka leo, Pilato a tswela kantle ho bona, mme a re: “Le qosa monna eo ka eng?” Ba araba, ba re ho yena: “Hojane monna enwa o ne a sa etsa bobe, re ka be re sa mo tlisa ho wena.” Pilato a re ho bona: “Mo nkeng e le lona, le mo ahlole ka ho ya ka molao wa lona.” Bajuda ba re ho yena: “Ha re na tokelo ya ho bolaya motho.” E ne e le hore ho phethahale boporofeta boo Jesu a bo boletseng ha a supa mofuta wa lefu leo a tla le shwa. Pilato a boela ka tlung ya bobusisi, a bitsa Jesu, mme a re ho yena: “Na o kgosi ya Bajuda?” Jesu a araba, a re: “Na o bolela hoo ka bowena, kapa ba bang ba o boleletse ka nna?” Pilato a araba, a re: “Na ke Mojuda? Setjhaba sa heno le baprista ba baholo ba o tlisitse ho nna; o entseng?” Jesu a araba, a re: “Mmuso wa ka hase wa lefatshe lena; ha mmuso wa ka e ne e le wa lefatshe lena, balatedi ba ka ba ka be ba lwanne, hore ke se ke ka neelwa Bajuda, empa jwale mmuso wa ka hase wa mona.” Yaba Pilato o re ho yena: “Ha ho le jwalo, na o fela o le kgosi?” Jesu a araba, a re: “Ke wena o reng ke kgosi. Seo ke se tswaletsweng, le seo ke se tletseng lefatsheng, ke hore ke pake nnete. Mang le mang eo e leng wa nnete o utlwa lentswe la ka.” Pilato a re ho yena: “Nnete keng?” Hoba a rialo, a boela a tswela ho Bajuda kantle, a ba bolella, a re: “Ha ke fumane molato ho yena. Empa le na le tlwaelo ya hore ke le lokollele motho e mong ka Paseka; na le rata ha ke le lokollela kgosi ya Bajuda na?” Ba howa hape, ba re: “E seng enwa, e mpe e be Barabase!” Barabase e ne e le senokwane. Ya eba moo Pilato a nkang Jesu, a mo shapa. Bahlabani ba loha mofapahlooho ka meutlwa, ba mo rwesa wona, ba mo apesa kobo e perese, ba nto tla ho yena, ba re: “Ahe, kgosi ya Bajuda!” mme ba mo jabela. Pilato a tswela kantle hape, mme a re ho Bajuda: “Bonang, ke mo tlisa ho lona kantle, le tle le tsebe hore ha ke fumane molato ho yena.” Yaba Jesu o tswela kantle, a rwetse mofapahlooho wa meutlwa, a apere kobo e perese. Pilato a re ho bona: “Motho wa lona ke eo!” Eitse ha baprista ba baholo le mapolesa ba mmona, ba howa, ba re: “Mo thakgise! Mo thakgise!” Pilato a re ho bona: “Mo nkeng e le lona, le mo thakgise, hobane nna ha ke fumane molato ho yena!” Bajuda ba mo araba, ba re: “Re na le molao, mme ho ya ka molao eka kgona a shwe, kahobane o ikentse Mora wa Modimo.” Yare ha Pilato a utlwa polelo eo, a tshoha haholo. A kena ka tlung ya bobusisi hape, a re ho Jesu: “O tswa kae?” Empa Jesu a se ke a mo araba. Pilato a re ho yena: “O hana ho bua le nna? Ha o tsebe hore ke na le matla a ho o lokolla, le matla a ho o thakgisa?” Jesu a araba, a re: “O ka be o se na matla a letho hodima ka, ha o ne o sa a newa a etswa hodimo; ka baka leo, ya o neileng nna o na le sebe se fetang.” Ho tloha moo Pilato a batla ho mo lokolla, empa Bajuda ba howa, ba re: “Ha o lokolla motho enwa, ha o motswalle wa Sesare; e mong le e mong ya iketsang kgosi o hanyetsa Sesare.” Ha Pilato a utlwa mantswe ana, a ntshetsa Jesu kantle, a dula setulong sa boahlodi sebakeng se bitswang Matlapeng, ka Seheberu ke Gabata. E ne e le letsatsi la tlhekelo ya Paseka, e ka ba hara mpa ya motsheare. A re ho Bajuda: “Ke eo kgosi ya lona!” Bao ba howa, ba re: “Mmolaye! Mmolaye! Mo thakgise!” Pilato a re ho bona: “Ke thakgise kgosi ya lona?” Baprista ba baholo ba araba, ba re: “Ha re na kgosi haese Sesare.” Ya eba moo a ba neelang yena hore a thakgiswe. Yaba ba nka Jesu. A tsamaya a jere sefapano, a ya sebakeng se bitswang Lehata. Ka Seheberu se bitswa Gologotha. Ba mo thakgisa teng hammoho le ba bang ba babedi, e mong ka lehlakoreng lena, e mong ka ho lane, Jesu a le hare. Pilato a ngola le lengolo, a le maneha hodima sefapano. Ho ne ho ngotswe, ho thwe: JESU WA NASARETHA, KGOSI YA BAJUDA. Bajuda ba bangata ba bala lengolo leo, hobane sebaka seo Jesu a neng a thakgiseditswe ho sona se ne se le haufi le motse, mme le ne le ngotswe ka Seheberu, le ka Selatine, le ka Segerike. Jwale baprista ba baholo ba Bajuda ba re ho Pilato: “Se ngole Kgosi ya Bajuda, empa ngola hore: O itse ke nna kgosi ya Bajuda.” Pilato a araba, a re: “Seo ke se ngotseng, ke se ngotse.” Hoba bahlabani ba thakgise Jesu, ba nka diaparo tsa hae, ba di arola karolo tse nne, mohlabani ka mong a fumana karolo. Ha e le seaparo sa kahare se ne se se na moroko, se lohilwe hohle ho tloha hodimo. Jwale ba buisana, ba re: “A re se keng ra e tabola, empa a re e laoleng ka lotho, re tle re tsebe hore na e tla ba ya mang;” e le hore ho tle ho phethahale Mangolo a reng: “Ba arolelane diaparo tsa ka, ba loala aparo sa ka ka lotho.” Bahlabani ba fela ba etsa jwalo. Haufi le sefapano sa Jesu ho ne ho eme mmae, le ngwanabo mmae, le Maria, mohatsa Keleopase, le Maria wa Magadala. Ha Jesu a bona mmae le morutuwa eo a mo ratang, ba eme moo, a re ho mmae: “Mme, mora wa hao ke eo.” A nto re ho morutuwa: “Mmao ke eo.” Ho tloha nakong eo morutuwa a mo nkela ha hae. Kamora tsena Jesu, ka ho tseba hore jwale tsohle di phethahetse, a re: “Ke nyorilwe,” e le hore Mangolo a phethahale. Ho ne ho ena le nkgo e tletseng asene; ba tlamella semonyametsi se tletseng asene leqaleng, ba se isa molomong wa hae. Jwale ha Jesu a nwele asene, a re: “Ho phethahetse!” A kebisa hlooho, a neela moya. Erekaha e ne e le letsatsi la tlhekelo, Bajuda ba kopa Pilato hore ho rojwe meomo ya ba thakgisitsweng, mme ba tloswe, hore ditopo di se ke tsa sala sefapanong ka Sabatha, hobane letsatsi la Sabatha seo le ne le le leholo. Jwale bahlabani ba tla; ba roba meomo ya wa pele, le ya e mong wa ba thakgisitsweng le Jesu, empa ha ba etla ho Jesu, mme ba bona hore o se a shwele, ba se ke ba roba meomo ya hae, empa e mong wa bahlabani a mo hlaba lehlakoreng ka lerumo la hae, mme hanghang ha tswa madi le metsi. Ya boneng o pakile, mme bopaki ba hae ke ba nnete, mme yena eo o tseba hore o bolela nnete, hore le lona le dumele. Tsena di etsahetse hore ho tle ho phethahale temana ya Mangolo e reng: “Ha ho lesapo la hae le tla rojwa.” Temana e nngwe hape e re: “Ba tla tadima eo ba mo hlabileng.” Kamora tsena, Josefa wa Arimathea, eo e neng e le morutuwa wa Jesu ka lekunutu ka baka la ho tshaba Bajuda, a kopa Pilato ho mo dumella ho nka setopo sa Jesu, mme Pilato a dumela. Jwale a tla, a nka setopo sa hae. Le Nikodema, yena ya neng a tle ho Jesu pele, bosiu, a tla a nkile motswako wa mmira le makgala o ka bang boima ba dikilo tse mashome a mararo. Ba nka setopo sa Jesu, ba se thatella hammoho le dinoko ka masela, jwalokaha e le moetlo wa Bajuda wa ho epela. Sebakeng seo a thakgisitsweng ho sona ho ne ho ena le serapa, mme serapeng ho ena le lebitla le letjha, leo ho neng ho eso ka ho epelwa motho ka ho lona; yaba ba epela Jesu teng ka baka la tlhekelo ya Bajuda, hobane lebitla leo le ne le le haufi. Ka letsatsi le qalang beke, Maria wa Magadala a ya lebitleng kameso, ho sa le lefifi, mme a bona lejwe le tlositswe lebitleng. Jwale a matha, a tla ho Simone Petrose le ho morutuwa e mong eo Jesu a neng a mo rata, a re ho bona: “Ba tlositse Morena lebitleng, mme ha re tsebe moo ba mmeileng teng!” Petrose le morutuwa eo e mong ba tloha, ba ya lebitleng. Bobedi ba bona ba matha hammoho, empa morutuwa eo e mong a siya Petrose ka lebelo, a fihla pele lebitleng. Ha a nyarela, a bona masela a beilwe fatshe, empa a se ke a kena. Simone Petrose a tla a mo setse morao, a kena ka lebitleng, mme a bona masela a le fatshe. Lesela le neng le le hloohong ya hae le ne le se maseleng a mang, empa le ne le phuthilwe le le leng sebakeng se kathoko. Yaba morutuwa eo e mong ya fihlileng pele lebitleng, le yena o a kena, a bona, mme a dumela, hobane ba ne ba eso utlwisise Mangolo a reng eka kgona a tsohe bafung. Jwale barutuwa ba kgutlela hae. Maria wa Magadala o ne a eme kantle, pela lebitla, a ntse a lla. Ha a ntse a lla, a nyarela ka lebitleng. Yaba o bona mangeloi a mabedi a apereng diaparo tse tshweu a dutse, le leng ka hloohong, le leng ka maotong, moo setopo sa Jesu se neng se beilwe teng. A re ho yena: “Mosadi, o llelang?” A re ho wona: “Ba tlositse Morena wa ka, mme ha ke tsebe moo ba mmeileng teng.” Yare ha a rialo, a reteleha, mme a bona Jesu a eme, feela a se ke a tseba hore ke Jesu. Jesu a re ho yena: “Mosadi, o llelang? O batla mang?” Yena, ka ho hopola hore ke molemi wa serapa, a re ho yena: “Monghadi, haeba ke wena ya mo tlositseng, mpolelle moo o mmeileng teng, mme ke tla ya mo nka.” Jesu a re ho yena: “Maria!” A reteleha, a re ho Jesu ka Seheberu: “Rabbuni!” ke ho re: Moruti! Jesu a re ho yena: “O se ke wa ntshwara, hobane ha ke eso nyolohele ho Ntate, empa eya ho bana beso, mme o ba bolelle, o re: Ke nyolohela ho Ntate, le Ntata lona, Modimo wa ka, le Modimo wa lona! ” Maria wa Magadala a ya behela barutuwa, a re: “Ke bone Morena!” A bolela le tseo Jesu a mmoleletseng tsona. Mantsiboyeng a letsatsi leo le qalang beke, ha menyako ya moo barutuwa ba neng ba le teng e notletswe ka baka la ho tshaba Bajuda, Jesu a tla, a ema hara bona, a re ho bona: “Kgotso e be le lona!” Hoba a rialo, a ba bontsha matsoho a hae le lehlakore. Barutuwa ba thaba ha ba bona Morena. Jesu a re ho bona hape: “Kgotso e be le lona; jwalokaha Ntate a nthomile, le nna ke a le roma.” Hoba a rialo, a budulela moya ho bona, a re: “Amohelang Moya o Halalelang! Bao le ba tshwarelang dibe, ba di tshwaretswe; bao le ba ballang tsona, ba di baletswe.” Thomase, e mong wa ba leshome le metso e mmedi, ya bitswang Lefahla, o ne a le siyo hara bona ha Jesu a fihla. Barutuwa ba bang ba re ho yena: “Re bone Morena.” Empa a re ho bona: “Ha ke sa bone maqeba a dithakgisa matsohong a hae, ka kenya monwana wa ka masobeng a dithakgisa, mme ka kenya letsoho la ka lehlakoreng la hae, ha nka ke ka dumela.” Kamora matsatsi a robedi, barutuwa ba hae ba ne ba le ka tlung hape, Thomase a ena le bona. Jesu a kena, menyako e ntse e notletswe, a ema hare, a re: “Kgotso e be le lona!” Yaba o re ho Thomase: “Tlisa monwana wa hao mona, o bone matsoho a ka; o tlise le letsoho la hao, o le kenye lehlakoreng la ka, mme o se ke wa hloka tumelo, o mpe o be le tumelo.” Thomase a araba, a re ho yena: “Morena wa ka le Modimo wa ka!” Jesu a re ho yena: “Na o dumetse kahobane o mpone? Ho lehlohonolo ba dumelang leha ba sa ka ba bona.” Jesu o ile a etsa mehlolo e meng e mengata moo barutuwa ba hae ba ntseng ba bona, e sa ngolwang bukeng ena. Empa tsena di ngotswe hore le tle le dumele hore Jesu ke Kreste, Mora wa Modimo, le hore ka ho dumela le tle le be le bophelo ka lebitso la hae. Kamora ditaba tsena Jesu a iponahatsa hape ho barutuwa a le lebopong la letsha la Tiberiase. A iponahatsa ka mokgwa ona: Simone Petrose, le Thomase ya bitswang Lefahla, le Nathanaele wa Kana e Galelea, le bara ba Sebedea, le barutuwa ba bang ba babedi, ba ne ba le hammoho. Simone Petrose a re ho bona: “Ke sa ilo tshwasa ditlhapi.” Ba re ho yena: “Le rona re ya le wena.” Ba tloha, ba kena ka sekepeng, empa bosiung boo ba se ke ba tshwasa letho. Kameso, Jesu a ema lebopong, feela barutuwa ba sa tsebe hore ke Jesu. Jesu a re ho bona: “Bana ba ka, na le na le tlhapi?” Ba mo araba, ba re: “Tjhe.” A re ho bona: “Akgelang letlowa lehlakoreng le letona la sekepe, mme le tla tshwasa.” Yaba ba a le akgela, mme ba sitwa ho le hula ka baka la bongata ba ditlhapi. Jwale morutuwa eo Jesu a mo ratang a re ho Petrose: “Ke Morena!” Simone Petrose, ha a utlwa hore ke Morena, a apara, hobane o ne a hlobotse, mme a itihela letsheng. Barutuwa ba bang ba tla ka sekepe, ba hula letlowa la ditlhapi, hobane ba ne ba se hole le lebopo, ba ne ba ka ba dimethara tse lekgolo. Jwale ha ba etswa ka sekepeng ba fihla lebopong, ba bona mollo wa mashala, le tlhapi e besitsweng hodima wona, le bohobe. Jesu a re ho bona: “Tlisang tse ding tsa ditlhapi tseo le tswa di tshwasa.” Simone Petrose a hlwella ka sekepeng, a hulela lebopong letlowa le tletseng ditlhapi tse kgolo, tse lekgolo le mashome a mahlano a metso e meraro, empa leha di ne di le ngata hakaalo, letlowa ha le a ka la taboha. Jesu a re ho bona: “Tloong le je!” Ka ho tseba hore ke Morena, ha se ke ha eba le ya mong wa barutuwa ya betang pelo ho mmotsa, ho re: “O mang?” Jesu a tla, a nka bohobe, a ba nea bona; le ka tlhapi a etsa jwalo. E ne e se e le kgetlo la boraro Jesu a iponahatsa ho barutuwa, hoba a tsohe bafung. Jwale ha ba se ba jele, Jesu a re ho Simone Petrose: “Simone, mora Johanne, na o nthata ho feta baa na?” A re ho yena: “E, Morena, o a tseba hore ke a o rata.” Jesu a re ho yena: “Alosa dikonyana tsa ka!” A boela a re ho yena kgetlo la bobedi: “Simone, mora Johanne, na o a nthata na?” A re ho yena: “E, Morena, o a tseba hore ke a o rata.” A re ho yena: “Disa dinku tsa ka!” A re ho yena kgetlo la boraro: “Simone, mora Johanne, na o a nthata na?” Petrose a swaba hobane a itse ho yena kgetlo la boraro: “Na o a nthata na,” mme a re ho yena: “Morena, o tseba tsohle, o a tseba hore ke a o rata.” Jesu a re ho yena: “Alosa dinku tsa ka! Kannetenete, ke a o bolella, ha o ne o sa le motjha o ne o ikapesa, o tsamaya moo o ratang teng, empa ha o se o tsofetse, o tla otlolla matsoho a hao, mme e mong o tla o apesa, a o ise moo o sa rateng teng.” O ne a bolela hona ho supa hore na o tla tlotlisa Modimo ka lefu le jwang. Hoba a rialo, a re ho yena: “Ntatele!” Petrose ha a reteleha, a bona morutuwa eo Jesu a mo ratang a ba latetse. Ke yena ya neng a itshetlehile sefubeng sa Jesu ha ba le dijong tsa mantsiboya, ya neng a re: “Morena, ya o ekang ke mang?” Petrose ha a bona eo, a re ho Jesu: “Morena, eo o tla fella kae?” Jesu a re ho yena: “Ha ke rata hore a phele ho fihlela ke kgutla, o tshwenngwa keng? Wena, ntatele!” Jwale taba ena ya hore morutuwa eo ha a na ho shwa, ya anela hara badumedi. Empa Jesu o ne a sa ka a re ho yena ha a na ho shwa, a mpa a itse: “Ha ke rata hore a phele ho fihlela ke kgutla, o tshwenngwa keng?” Ke yena morutuwa enwa ya pakang ditaba tsena, ya di ngotseng, mme re tseba hore bopaki ba hae ke nnete. Ho sa na le tse ding tse ngata, tseo Jesu a di entseng, tseo ha di ka ngolwa ka bonngwe, ke hopolang hore le lefatshe le ke ke la ba le sebaka se lekanang ho boloka dibuka tse ka ngolwang. Theofile ya kgabane, bukeng ya ka ya pele ke ngotse tsohle tseo Jesu a ileng a di etsa le ho di ruta ho tloha qalong, ho fihlela ka letsatsi leo a neng a nyollelwe lehodimong ka lona, kamora hoba, ka matla a Moya o Halalelang, a laele baapostola bao a neng a ba kgethe. Kamora tlhokofatso ya hae, o ile a iponahatsa ho bona a phela, ka bopaki bo bongata, ba nnete; ba mmona ka matsatsi a mashome a mane, a ntse a bua ka tsa Mmuso wa Modimo. Yare ha a ena le bona, a ba laela, a re: “Le se ke la ba la tloha Jerusalema, le mpe le emele seo le se tshepisitsweng ke Ntate, seo le se utlwileng ka nna. Johanne o ne a kolobetsa ka metsi, empa lona le tla kolobetswa ka Moya o Halalelang ho eso fete matsatsi a mangata.” Yare ha ba phuthehile, ba mmotsa, ba re: “Morena, na ka nako ee o tla boela o tsosetsa Baiseraele borena?” A re ho bona: “Ha le a tshwanela ho tseba dinako kapa mehla e taolong ya Ntate, empa le tla amohela matla ha Moya o Halalelang o se o theohetse hodima lona. Le tla ba dipaki tsa ka Jerusalema, le Judea yohle, le Samaria, le ho ya fihla dipheletsong tsa lefatshe.” Yare hoba a bue tsena, a nyollelwa hodimo ba ntse ba mo shebile, mme leru la mo tlosa mahlong a bona. Yare ba sa ntse ba tadimile lehodimong ha a ntse a nyoloha, bonang, banna ba babedi, ba diaparo di tshweu, ba ema pela bona. Yaba ba re: “Banna ba Galelea, le emetseng le shebile lehodimong? Jesu enwa ya nyolletsweng lehodimong, a tloha hara lona, o tla boela a kgutla ka mokgwa oo le mmoneng a nyolohela lehodimong ka wona.” Yaba ba theoha thabeng e bitswang Thaba ya Mehlwaare, e haufi le Jerusalema, ba kgutlela Jerusalema, e leng leeto le lekanang le la letsatsi la Sabatha. Ha ba se ba kene teng, ba nyolohela ka kamoreng e kahodimo, moo Petrose, le Johanne, le Jakobo, le Andrease, le Filipi, le Thomase, le Baretholome, le Matheu, le Jakobo mora wa Alefiose, le Simone Motjhesehi, le Judase mora wa Jakobo, ba neng ba emisitse teng. Bana kaofela, ba ena le basadi, le Maria mma Jesu, le bana babo Jesu, ba tiisetsa thapelong ka maikutlo a le mang. Matsatsing ao Petrose a ema hara badumedi ba ka bang lekgolo le mashome a mabedi ka palo, a re: “Banna ba heso, e ne eka kgona ho phethahale Mangolo a neng a bolelwe e sa le pele ke Moya o Halalelang, ka molomo wa Davida, ha a ne a bua ka Judase ya neng a etelle pele ba neng ba tshware Jesu. E ne e le e mong wa rona, mme a ena le kabelo tshebeletsong ena.” Yaba Judase eo o reka tshimo ka moputso wa bokgopo ba hae, mme yare hoba a tabane fatshe moo, mpa ya hae ya phatloha ka lehare, mala a petletseha. Baahi bohle ba Jerusalema ba tseba taba ena, mme ka puo ya bona tshimo eo ba e bitsa Akeledama, e leng ho re: Tshimo ya Madi. “Bukeng ya Dipesalema, ho ngotswe ho thwe: “ Leaho la bona le ke le fetohe lesupi, ho se be motho metlotlwaneng ya bona. “ Hape ho thwe: “ E mong="" a="" nke="" mosebetsi="" wa="" hae.="" “Ka baka lena eka kgona hore hara banna ba nnileng ba tsamaya le rona ka nako yohle, eo Morena Jesu a neng a ntse a ena le rona ka yona, ho tloha ha Johanne a kolobetsa, ho fihlela ka letsatsi leo Jesu a neng a tloswe ho rona, a nyollelwa lehodimong ka lona, e mong wa bona e be paki ya tsoho ya hae mmoho le rona.” Ba thonya ba babedi: Josefa ya bitswang Barasabase kapa Jusetuse, le Matiase. Ba rapela, ba re: “Wena Morena, o tsebang dipelo tsa bohle, ako supe hore na ho ba babedi bana o kgethile ofe, hore e be mohlahlami tshebeletsong ena ya boapostola, eo Judase a e furaletseng, a ya sebakeng se mo lokelang.” Ba kgetha ka lotho, la ntsha Matiase, yaba o balellwa le baapostola ba leshome le motso o mong. Ha letsatsi la Pentekonta le fihla, bohle ba ne ba phuthehetse sebakeng se le seng. Hanghang ha eba le modumo o tswang lehodimong, o kang wa moya o matla, mme wa tlala ntlo yohle eo ba neng ba dutse ka ho yona. Ba bona ho hlaha maleme a kang malakabe; a arohana, a dula ka bonngwe hodima e mong le e mong wa bona. Bohle ba tlala Moya o Halalelang, mme ba qala ho bua ka dipuo disele, kamoo Moya o neng o ba buisa kateng. Moo Jerusalema, ho ne ho ahile Bajuda, banna ba tshabang Modimo, ba tswang ditjhabeng tsohle tse teng tlasa letsatsi. Ha modumo ona o utlwahala, batho ba bangata ba phutheha, mme ba ferekana, hobane e mong le e mong o ne a utlwa ba bua ka puo ya habo. Ba hlollwa, mme ba tsota, ba re: “Helang! Na baa bohle ba buang hase Bagalelea? Ho tla jwang hore re ba utlwe ba bua puo eo e mong le e mong wa rona a tswaletsweng ho yona? Re le Baparathia, le Bamedia, le Baelame, le baahi ba Mesopotamia, le ba Judea, le ba Kapadokia, le ba Pontose, le ba Asia; re le le ba Firigia, le ba Pamfilea, le ba Egepeta, le dibaka tsa Lebia tse haufi le Sirene, le baeti ba tswang Roma; re le Bajuda le basokolohi, Bakerete le Maarabia, re ba utlwa ba bolela mesebetsi e meholo ya Modimo ka dipuo tsa habo rona!” Bohle ba hlollwa, ba tsieleha, mme ba botsana, ba re: “Hoo ho bolelang?” Empa ba bang ba ba soma, ba re: “Ba tahilwe ke veine.” Yaba Petrose, a ena le ba leshome le motso o mong, o a ema, o phahamisa lentswe, o re ho bona: “Banna ba Judea, le lona baahi bohle ba Jerusalema, tsebang sena, mme le mamele mantswe a ka ka tsebe e lethwethwe. Banna bana ha ba a tahwa jwalokaha le hopola, hobane e sa le hora ya borobong, hoseng. Empa sena ke se boletsweng ke moporofeta Joele, ha a re: “ Ha matsatsi a bofelo a fihla, ho rialo Modimo, ke tla theolela Moya wa ka hodima batho bohle; bara le baradi ba lona ba tla porofeta, bahlankana ba lona ba tla bona dipono, le bannabaholo ba lona ba tla lora ditoro. Le hodima bahlanka ba ka le makgabunyane a ka ke tla theolela Moya wa ka matsatsing ao, mme ba tla porofeta. Ke tla etsa dimakatso hodimo, lehodimong, le mehlolo tlase, lefatsheng: madi, le mollo, le mouwane wa mosi. Letsatsi le tla fifala, le kgwedi e tla ba kgubedu jwaloka madi, pele letsatsi le leholo la Morena, le kgethehileng, le fihla; mme mang le mang ya tla rapela Morena o tla pholoswa! “Lona banna ba Iseraele, utlwang mantswe ana: Jwalokaha le lona le tseba, Jesu wa Nasaretha e ne e le monna ya neng a pakwe ke Modimo ho lona, ka diketso tse matla, le ka dimakatso le ka mehlolo eo Modimo a e entseng ka yena hara lona. Ke yena ya neetsweng lefu ka thato le tsebo ya Modimo, mme lona le mo thakgisitse ka matsoho a banna ba kgopo, la mmolaya. Empa ke eo Modimo a mo tsositseng, a mo lokolla mahlokong a lefu, hobane ho ne ho ke ke ha etsahala hore lefu le mo tlamele ruri. Davida o ne a bue ka yena, a re: “ Kamehla ke ntse ke hopotse Morena, kahobane o ka tsohong la ka le letona, nke ke ka sisinyeha. Kahoo pelo ya ka e nyakaletse, leleme la ka le bina dithoko, le mmele wa ka o tla phomola ka tshepo; o ke ke wa ntlohela Nqalong ya Bafu, o ke ke wa lesella Motshepuwa wa hao, wa mo lesella ho bolla lebitleng. O mpontshitse ditsela tsa bophelo. Ha o ena le nna ke tla nyakalla. “Banna ba heso, ho a lokela hore ke bue le lona phatlalatsa ka moholoholo wa rona Davida: O ile a shwa, a epelwa, mme lebitla la hae le sa le teng hara rona le kajeno-ya-bokajeno. Empa kaha e ne e le moporofeta, mme a tseba hore Modimo o mo hlapanyeditse, hore ka peo ya letheka la hae, o tla hlahisa ya tla dula setulo sa hae sa borena, o ile a bona hona e sa le pele, mme a bua ka tsoho ya Kreste, a re: “ Ha a a ka a tlohelwa Nqalong ya Bafu, le mmele wa hae ha o a ka wa bola. “Jesu eo, Modimo o mo tsositse, mme bohle re dipaki. O phahamisitswe ka letsoho le letona la Modimo, a amohela Moya o Halalelang jwalokaha Ntatae a ne a tshepisitse. A o theola kamoo le bonang, mme le utlwang kateng. Davida ka boyena ha a a ka a nyolohela lehodimong, empa o re: “ Morena o itse ho Morena wa ka: Dula ka letsohong la ka le letona, ho fihlela ke bea dira tsa hao katlasa maoto a hao. “Ka baka leo, ntlo yohle ya Iseraele e ke e tsebisise hore Jesu enwa, eo lona le mo thakgisitseng, Modimo o mo entse Morena le Mesia.” Yare ha ba utlwa ba ameha maikutlo, ba re ho Petrose le ho baapostola ba bang: “Re etse jwang, banna ba heso?” Petrose a re ho bona: “Bakang, mme e mong le e mong wa lona a kolobetswe ka lebitso la Jesu Kreste, le tle le tshwarelwe dibe tsa lona, mme le tla amohela mpho ya Moya o Halalelang. Tshepiso ena e etseditswe lona, le bana ba lona, le bohle ba hole, ho ya kamoo Morena Modimo wa rona a ka ba bitsang kateng.” A paka le ka mantswe a mang a mangata, a ba kgothatsa, a re: “Ipholoseng molokong ona o kgopo!” Ba ileng ba dumela molaetsa wa hae, ba kolobetswa, mme ka lona letsatsi leo badumedi ba eketseha ka ba ka bang dikete tse tharo. Ba nna ba tiisetsa thutong ya baapostola, le kopanong ya bodumedi, le ho ngwathweng ha bohobe, le dithapelong. Bohle ba tshoha, hobane baapostola ba ne ba etsa dimakatso le mehlolo e mengata. Bohle ba dumetseng ba ba mmoho, mme ba kopanela maruo a bona. Ba rekisa maruo a bona le dintho tseo ba neng ba ena le tsona, ba arolelana bohle kamoo e mong le e mong a hlokang kateng. Ka letsatsi le leng le le leng ba ba mmoho ka Tempeleng ba le maikutlo a le mang, ba kena ntlo ka nngwe ba ntse ba ngwatha bohobe; ba ja dijo ka thabo le ka pelo tse tshweu. Ba rorisa Modimo, ba ratwa ke batho bohle, mme ka letsatsi le letsatsi Morena a eketsa phutheho ka ba pholoswang. Petrose le Johanne ba nyolohela Tempeleng ho ya thapelong ya hora ya boraro, motsheare wa mantsiboya. Monna e mong ya tswetsweng e le seritsa, o ne a ye a nkwe ka matsatsi wohle, a bewe kgorong ya Tempele e bitswang Kgoro e Ntle, hore a kope dithuso ho ba kenang ka Tempeleng. Ha a bona Petrose le Johanne, ba le lekgatheng la ho kena ka Tempeleng, a kopa dithuso. Empa Petrose, a ena le Johanne, a mo tadimisisa, a re: “Re shebe!” Yaba o a ba sheba, a lebeletse ho fumana ho hong ho bona. Jwale Petrose a re: “Ha ke na silefera kapa kgauta, empa seo ke nang le sona ke o fa sona. Ka lebitso la Jesu Kreste wa Nasaretha ema, o tsamaye!” A mo tshwara ka letsoho le letona, a mo emisa; maoto a hae le maqaqailana a tiya hanghang. A raoha, a ema, a tsamaya, mme a kena le bona ka Tempeleng a ntse a tsamaya, a tlolaka, a rorisa Modimo. Batho bohle ba mmona a tsamaya, a ntsa rorisa Modimo. Ba tseba hore ke yena ya neng a dula kgorong ya Tempele, e bitswang Kgoro e Ntle, a kopa dithuso; ba makala haholo, mme ba hlollwa ke se etsahetseng ho yena. Ha monna eo a ntse a itshwareletse ka Petrose le Johanne, batho bohle ba mathela ho bona mathuleng a bitswang a Solomone, ba maketse haholo. Petrose ha a bona hoo, a re ho bona: “Banna ba Iseraele, keng ha le makalla taba ee? Le re tadimelang jwalokaha eka ke ka matla a rona, kapa ka borapedi ba rona, re entseng hore monna eo a tsamaye? Modimo wa Aborahama, le wa Isaka, le wa Jakobo, Modimo wa bo-ntata rona, o tlotlisitse mohlanka wa hae, Jesu, eo lona le neelaneng ka yena, la mo hana kapele ho Pilato, ha yena a ne a rerile ho mo lokolla. Empa lona le hanne Ya Halalelang, Ya Lokileng, la kopa hore le lokollelwe monna wa mmolai. Le bolaile Mohlodi wa bophelo, eo Modimo a mo tsositseng bafung, mme rona re dipaki. Ka ho dumela lebitsong la Jesu, lebitso leo le matlafaditse monna enwa, eo le mmonang, le mo tsebang, mme tumelo e tswang ho Jesu ya mo fodisa pontsheng ya lona bohle. “Jwale, bana beso, ke a tseba hore lona, jwaloka babusi ba lona, le entse hona ka baka la ho hloka tsebo. Empa tseo Modimo a di boletseng e sa le pele, ka melomo ya baporofeta bohle, hore Mesia wa hae o tla hlokofatswa, o di phethahaditse ka wona mokgwa ona. Ka baka leo, bakang, le sokolohe, dibe tsa lona di tle di hlakolwe, hore ho tle ho tle dinako tsa kgatholoho, tse tswang ho Morena, mme a tle a rome Jesu, eo a le kgethetseng yena e sa le pele ho ba Mesia. Ke yena eo lehodimo le tshwanetseng ho mo amohela ho fihlela mehla ya ha ho busetswa dintho tsohle madulong, mehla eo Modimo a buileng ka yona ka melomo ya baporofeta ba hae ba halalelang, ho tloha mehleng ya boholoholo. Moshe a na a re: Hara bana babo lona, Morena, Modimo wa lona, o tla le hlahisetsa Moporofeta ya kang nna. Le tle le mo mamele dinthong tsohle tseo a tla di bua ho lona. Mang le mang ya sa tlo mamela Moporofeta eo, o tla timetswa ho hang setjhabeng. “Le baporofeta bohle, ho qala ka Samuele le ba mo hlahlamileng, bohle ba buileng, le bona ba boletse matsatsi ana. Lona le bana ba baporofeta le majalefa a selekane seo Modimo a neng a se etse le bo-ntata rona, ha a re ho Aborahama: Ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tla hlohonolofala ka ditloholo tsa hao. Modimo o hlahisitse mohlanka wa hae, a mo roma ho lona pele, ho hlohonolofatsa e mong le e mong wa lona, ha a sokoloha bobeng ba hae.” Ha Petrose le Johanne ba sa ntse ba buisana le batho, baprista, le molaodi wa Tempele, le Basaduke, ba fihla ho bona. Ba ne ba tshwenyehile hobane baapostola bao ba ne ba ruta batho le ho phatlalatsa hore tsoho ya bafu e teng ka Jesu. Ba ba tshwara, mme kaha e ne e se e le mantsiboya, ba ba hlahlela tjhankaneng ho fihlela ka la hosasane. Empa ba bangata ba utlwileng lentswe la Modimo ba dumela, mme palo ya batho bao e ne e ka ba dikete tse hlano. Ka la hosasane babusi, le baholo ba Bajuda, le Ditsebi tsa bona tsa Molao, ba phuthehela Jerusalema, ba ena le Moprista e Moholo, Hannase, le Kaiafa, le Johanne, le Alekesandere, le bohle ba leloko la boprista bo boholo. Yare hoba ba emise baapostola kapele ho lekgotla, ba ba botsa, ba re: “Hoo le ho entse ka matla afe, kapa ka lebitso lefe?” Jwale Petrose, a tletse Moya o Halalelang, a ba araba, a re: “Babusi ba setjhaba le baholo, erekaha kajeno re botsisiswa hodima ketso e molemo e etseditsweng monna ya holofetseng, hore na o fodisitswe kang, ho ke ho tsejwe ke lona bohle, le ke setjhaba sohle sa Iseraele, hore ke ka lebitso la Jesu Kreste wa Nasaretha, eo lona le mo thakgisitseng, eo Modimo a mo tsositseng bafung. Ke ka lebitso lena monna enwa a emeng kapele ho lona, a fodile. Jesu ke yena eo e leng “ lejwe le lahlilweng ke lona, dihahi, le fetohileng lejwe la mantlha. “Ha ho e mong ya pholosang ntle ho yena, hobane ha ho na lebitso le leng lesele tlasa letsatsi, le neilweng batho, leo re tshwanelang ho pholoswa ka lona.” Yare ha ba bona sebete sa Petrose le Johanne, ba lemoha le hore ha ba a ruteha, ke batho feela, ba makala. Ba ba ba tseba hore ke ba bileng le Jesu. Ha ba bona monna ya fodisitsweng a eme le bona, ba hloka seo ba ka se hanyetsang. Ha ba se ba ba laetse ho tswela kantle ho lekgotla, ba buisana, ba re: “Banna baa re tla ba etsa jwang? Baahi bohle ba Jerusalema ba tseba hore mohlolo o tumileng o entswe ke bona, mme re ke ke ra o latola. Empa hore taba ena e tle se ke ya hasana haholo hara setjhaba, a re ba hlokomediseng ka ditshokelo, hore ba se hlole ba bua le motho le ya mong ka lebitso lena.” Yaba ba a ba bitsa, mme ba ba laela hore ho hang ba se hlole ba bua kapa ba ruta ka lebitso la Jesu. Empa Petrose le Johanne ba ba araba, ba re: “Ahlolang e le lona hore na ho nepahetse mahlong a Modimo ho mamela lona, ho ena le ho mamela Modimo. Rona ha re ka ke ra phetsa ho bua ka tseo re di boneng le tseo re di utlwileng.” Yare hoba ba eketse ho ba hlokomedisa ka ditshokelo, ba ba lokolla. Ka baka la setjhaba ba hloka seo ba ka ba ahlolelang sona, hobane setjhaba sohle se ne se tlotlisa Modimo ka se etsahetseng. Dilemo tsa monna eo mohlolo ona wa phodiso o neng o entswe ho yena, di ne di feta mashome a mane. Ha Petrose le Johanne ba se ba lokolotswe, ba ya ho ba sehlopha sa bona, ba se tsebisa tsohle tseo baprista ba baholo, le baholo ba setjhaba ba di buileng ho bona. Yare hoba ba utlwe, ba phahamisetsa mantswe ho Modimo ka maikutlo a le mang, ba re: “Monghadi, wena ya entseng lehodimo, le lefatshe, le lewatle, le dintho tsohle tse ho tsona; o ne o bue ka Moya o Halalelang, ka molomo wa mohlanka wa hao Davida, ntata rona, wa re: “ Moferefere ke wa eng hara ditjhaba? Matjhaba a rerelang ntho tsa mafeela? Dikgosi tsa lefatshe di eme ka maoto, le babusi ba kopane hammoho ho lwantsha Morena le Motlotsuwa wa hae. “Ruri, motseng ona, Heroda le Pontiuse Pilato, le baditjhaba, le merabe ya Iseraele, ba kopane ho lwantsha Jesu, mohlanka wa hao ya halalelang, eo o mo tlotsitseng, ho etsa hore tsohle tseo o di laotseng e sa le pele, ka matla a hao le thato ya hao, di phethahale. Jwale, Morena, ako tadime ditshokelo tsa bona, mme o etse hore bahlanka ba hao ba bolele lentswe la hao ka sebete. Otlolla letsoho la hao ho fodisa, mme mehlolo le dimakatso di etswe ka lebitso la Jesu, mohlanka wa hao ya halalelang.” Ha ba qetile ho rapela, sebaka seo ba neng ba kopanetse ho sona sa reketla, mme bohle ba tlala Moya o Halalelang, ba bolela lentswe la Modimo ka sebete. Jwale bongata ba ba dumetseng ba eba pelonngwe le moyamong, mme ha se ke ha eba le ya mong ya reng tseo a nang le tsona ke tsa hae a le inotshi, empa tsohle ba di kopanela. Baapostola ba paka tsa tsoho ya Morena Jesu ka matla a maholo, mme bohle ba thahasellwa haholo. Ha se ke ha eba le ya hlokang, hobane bohle ba neng ba ena le masimo kapa matlo ba ne ba a rekisa, ba tlise tjhelete ya tse rekisitsweng, ba e bee maotong a baapostola, ebe e abelwa e mong le e mong ho ya kamoo a hlokang kateng. Josefa, eo baapostola ba neng ba mmitsa Baranabase, e leng ho re Tshediso, Molevi ya tswaletsweng Sipera, o ne a ena le tshimo; a e rekisa, a tlisa tjhelete, a e bea maotong a baapostola. Monna e mong ya bitswang Ananiase, le mosadi wa hae Safira, ba rekisa tshimo. Ka tumellano le mosadi wa hae a itshiela karolo ya tjhelete ya thekiso, mme a isa e nngwe, a e bea maotong a baapostola. Yaba Petrose o re: “Ananiase, ke ka baka lang Satane a keneng pelong ya hao hore o thetse Moya o Halalelang, mme o itshiele karolo ya tjhelete ya thekiso ya tshimo? Ha e eso rekiswe, na e ne e se ya hao na? Ha e se e rekisitswe, na tjhelete e ne e se matleng a hao na? Ke ka baka lang o ileng wa rera ka pelong ya hao ho etsa ketso ee? Ha o a thetsa batho, empa o thetsitse Modimo.” Yare ha Ananiase a utlwa mantswe ana, a re fatshe sihla! yaba o a shwa. Bohle ba utlwileng ba tlelwa ke tshabo. Bahlankana ba ema, ba mo phutha, ba mo nkela kantle, ba mo epela. Ha feta dihora tse ka bang tharo, mosadi wa hae a kena, a sa tsebe se etsahetseng. Petrose a re ho yena: “Ako mpolelle, na le fela le rekisitse tshimo hakaalo?” Yena a re: “E, hakaalo.” Petrose a re ho yena: “Ke ka baka lang le dumellaneng ho leka Moya wa Morena? Utlwa diqi tsa ba tswa epela monna wa hao di monyako, le wena ba tla o nkela kantle.” Hanghang mosadi a wela maotong a hae, a shwa. Bahlankana ha ba kena ba fumana a shwele; ba mo nkela kantle, ba ya mo epela pela monna wa hae. Kereke yohle le bohle ba utlwileng tsena ba tshoha haholo. Ka matsoho a baapostola ha etswa mehlolo le dimakatso tse ngata hara setjhaba. Badumedi bohle ba phuthehela lethuleng la Solomone ba le maikutlo a le mang. Empa ha e le ho ba bang, ho ne ho se le ya mong ya betang pelo ho ikopanya le bona, leha setjhaba se ne se ba rorisa. Leha ho le jwalo, ba dumelang ho Morena ba nna ba eketseha, e le palo e kgolo ya banna le basadi. Batho ba ne ba tlisa bakudi ditseleng, ba ba beile dibetheng, le diphateng, e le hore ha Petrose a feta, seriti sa hae bonyane se mpe se sire ba bang ba bona. Le bongata bo tswang metseng e kathoko ho Jerusalema ba kgobokana, ba tlisa bakudi le ba tshwenngwang ke meya e ditshila, mme bohle ba fodiswa. Moprista e Moholo le ba nang le yena, ba mokga wa Basaduke, ba ema lepaketla, ba tlala mohono, ba tshwara baapostola, ba ba hlahlela tjhankaneng ya setjhaba. Empa bosiu lengeloi la Morena la bula menyako ya tjhankana, la ba ntsha, la re: “Eyang, le eme ka Tempeleng, mme le bolelle setjhaba ditaba tsohle tsa bophelo bona.” Ha ba utlwile, ba kena ka Tempeleng e sa le hoseng, mme ba ruta. Ha Moprista e Moholo le ba nang le yena ba fihla, ba bitsa lekgotla le baholo bohle ba bana ba Iseraele, mme ha romelwa tjhankaneng hore ho yo latwa baapostola. Empa bahlanka ha ba fihla, ba fumana ba le siyo ka tjhankaneng. Ha ba kgutlile ba bolela, ba re: “Re fumane tjhankana e ntse e kwetswe ka thata, le balebedi ba eme menyako, empa ha re bula ra fumana ho se motho kahare.” Ha molaodi wa Tempele, le baprista ba baholo ba utlwa mantswe ana, ba ipotsa hore na ntho ena ya baapostola e tla fella kae. Eaba e mong o fihla a re ho bona: “Helang! Banna bao le neng le ba kentse tjhankaneng, ba eme ka Tempeleng, ba ruta setjhaba.” Yaba molaodi o ya le bahlanka, mme ba ba tlisa, feela e se ka dikgoka, hobane ba ne ba tshaba setjhaba, esere sa ba tlepetsa ka majwe. Ha ba ba tlisitse, ba ba emisa ka kgotla, mme Moprista e Moholo a ba botsa, a re: “Re le laetse ka thata hore le se ke la ruta ka lebitso lena, empa bonang, le tlatsitse thuto ya lona Jerusalema, mme le batla ho re jarisa molato wa ho bolaya motho eo!” Yaba Petrose le baapostola ba a araba, ba re: “Eka kgona ho mamelwe Modimo ho ena le batho. Modimo wa bo-ntata rona o tsositse Jesu bafung, eo le mmolaileng ka ho mo thakgisa sefapanong. Monna enwa Modimo o mo phahamisitse ka letsoho la hae le letona hore e be Mmusi le Mopholosi, ya tla nea Iseraele pako le tshwarelo ya dibe. Rona le Moya o Halalelang, oo Modimo a o neileng ba mo mamelang, re dipaki tsa ditaba tsena.” Ha lekgotla le utlwa, la hlabeha haholo, mme la rera ho ba bolaya. Empa Mofarisi e mong ya bitswang Gamaleele, eo e neng e le moruti wa Molao, ya hlonetjhwang ke setjhaba sohle, a ema hara lekgotla, a laela hore banna bao ba ntshetswe kantle ho se hokae. A nto re ho lekgotla: “Banna ba Iseraele, hlokomelang seo le hopotseng ho se etsa ho banna bana. Pele ho matsatsi ana ho ile ha hlaha Theudase ya neng a re yena ke mangmang. Palo ya banna ba mo latelang e ne e ka ba makgolo a mane. A bolawa, mme bohle ba neng ba dumetse ho yena ba qhalana, ba fetoha lefeela. Kamorao ho mona ha hlaha Judase, Mogalelea, mehleng ya ha ho ne ho balwa batho, mme a kgelosa batho, ba mo latela. Le yena monna eo a timela, mme bohle ba neng ba dumetse ho yena ba qhalana. Jwale ke re ho lona: Kgaohanang le banna bana, le ba lese. Hobane haeba morero ona kapa mosebetsi ona ke wa batho, o tla senyeha, empa haeba ke wa Modimo, ha le ka ke la ba fedisa, esere la fumanwa le le ba lwantshang Modimo.” Yaba ba a mo mamela. Hoba ba bitse baapostola, ba ba shapa, ba ba laya hore ba se hlole ba bua ka lebitso la Jesu, ba nto ba lokolla. Ha e le baapostola, ba tloha kgotla ba nyakaletse, hobane ba fumanwe ba lokelwa ke ho tlontlollwa ka baka la lebitso la Jesu. Ka tsatsi le leng le le leng ha ba a ka ba phetsa ho ruta le ho kgothatsa ka Jesu Kreste, ka Tempeleng, le ka malapeng ka bonngwe. Matsatsing ao, ha barutuwa ba ntse ba ngatafala, Bajuda ba buang Segerike ba ile ba ipelaetsa ka ba tswaletsweng Judea, ka hore bahlolohadi ba habo bona ba sekisetswa kabong ya dithuso tsa letsatsi le letsatsi. Yaba ba leshome le metso e mmedi ba bitsa barutuwa bohle, ba re ho bona: “Ha se hantle ho tlohela lentswe la Modimo re ya fepa ditafoleng. Ka baka leo, bana beso, kgethang banna ba supileng hara lona, ba botumo bo botle, ba tletseng Moya o Halalelang le bohlale, bao re tla ba nea mosebetsi ona, empa ha e le rona re tla itahlela ka setotswana thapelong le tsebeletsong ya lentswe.” Bohle ba amohela tlhahiso ena, mme ba kgetha Setefane, monna ya tletseng tumelo le Moya o Halalelang, le Filipi, le Porokore, le Nikanore, le Timone, le Paramenase, le Nikola, mosokolohi wa Antiokia. Ba ba hlahisa kapele ho baapostola, mme ha ba se ba rapetse, ba ba bea matsoho. Lentswe la Modimo la anafala, le palo ya barutuwa ya ngatafala haholo Jerusalema, le sehlophahadi sa baprista sa amohela tumelo. Setefane, monna ya nang le dineo tse ngata le matla a maholo, a etsa dimakatso le mehlolo e meholo hara setjhaba. Jwale ha hlaha ba bang ba ntlo ya thapelo e bitswang ya Balokollwa, e leng ba Sirene, le ba Alekesanderia, le ba tswang Silesia le Asia, ba phehisana kgang le Setefane. Empa ba ne ba sitwa ho hlola bohlale le moya oo a neng a bua ka wona. Yaba ba reka banna ba bang hore ba tle ba re: “Re mo utlwile a bua dipolelo tse nyefolang Moshe le Modimo.” Ba fuduha setjhaba, le baholo, le Ditsebi tsa Molao, ba kgorohela Setefane, ba mo tshwara ba mo isa kgotla. Ba hlahisa dipaki tsa bohata, tse reng: “Motho enwa ha a phetse ho bua dipolelo tse lwantshang Nqalo ena e halalelang le Molao. Re mo utlwile a re: Jesu enwa wa Nasaretha o tla senya Nqalo ena, a fetole meetlo eo Moshe a re neileng yona! ” Bohle ba neng ba dutse ka kgotla, ba mo tjametse, ba bona sefahleho sa hae e ka sa lengeloi. Yaba Moprista e Moholo o re: “Na ke tsona?” Setefane a re: “Banna ba heso, le lona bo-ntate, mamelang! Modimo ya tlotlehang o ile a iponahatsa ho ntata rona Aborahama ha a sa le Mesopotamia, a eso ahe Kgarane; a re ho yena: Tloha naheng ya heno le ho bang ka wena, o ye naheng eo ke tla o supisa eona. “Jwale a tloha naheng ya Bakalatiya a tla aha Kgarane. Hoba ntatae a shwe, Modimo a mo fallisetsa naheng ena eo le ahileng ho yona kajeno. Teng ha a a ka a mo fa sebaka seo e leng sa hae, leha e le ho lekanang bohato ba leoto, empa a mo tshepisa hore o tla mo nea yona, e be leruo la hae le la ditloholo tsa hae kamora lefu la hae, le hoja a na se na ngwana. Modimo a bua tjena, a re: Ditloholo tsa hao e tla ba bajaki naheng ya baditjhaba, mme di tla etswa makgoba, di sotlwe ka dilemo tse makgolo a mane. Empa setjhaba se tla di etsa makgoba ke tla se ahlola, ha rialo Modimo, mme kamorao ho tsena di tla tloha, di tlo ntshebeletsa sebakeng sena. Yaba Modimo o etsa selekane le yena, pontsho ya sona e le lebollo. Yare hoba Aborahama a tswale Isaka, a mmolotsa ka tsatsi la borobedi. Isaka a bolotsa Jakobo, mme Jakobo a bolotsa baholoholo ba leshome le metso e mmedi. “Baholoholo ba honohela Josefa, ba mo rekisa Egepeta, empa Modimo o ne a ena le yena, a mo namolela matshwenyehong wohle a hae. Modimo a mo nea leseho le bohlale pela Faro, kgosi ya Egepeta, mme Faro a mo kgetha ho ba mmusisi wa Egepeta le wa ntlo ya hae yohle. “Jwale tlala ya wela Egepeta yohle le Kanana, matshwenyeho a eba maholo, mme bo-ntata rona ba hloka dijo. Eitse ha Jakobo a utlwa hore dijo di teng Egepeta, a roma bo-ntata rona kgetlo la pele. Ka kgetlo la bobedi Josefa a itsebisa bana babo, mme Faro a tseba leloko la Josefa. Yaba Josefa o romela ho bitsa ntatae Jakobo le bang ka yena bohle, e le batho ba mashome a supileng a metso e mehlano. Jakobo a theohela Egepeta, moo yena le bo-ntata rona ba hlokahaletseng teng. Ditopo tsa bona tsa tliswa Shekeme, mme tsa epelwa lebitleng leo Aborahama a neng a le reke Shekeme ka silefera, ho bara ba Hemore. “Yare ha nako ya tshepiso eo Modimo a e etseditseng Aborahama e atamela, setjhaba sa ata, sa ngatafala Egepeta, ho fihlela ha ho busa kgosi e nngwe e neng e sa ka ya tseba Josefa. Eo ya sebetsa leloko la rona ka mano, ya sotla bo-ntata rona, ya ba lahlisa masea a bona, hore a tle a se ke a phela. “Ke ka nako ena Moshe a ileng a tswalwa, mme a kgahleha ho Modimo. A hodisetswa habo ka kgwedi tse tharo. Ha a se a lahlilwe, moradi wa Faro a mo thola, a ikgodisetsa yena jwaloka hoja e le mora wa hae. Moshe a rutwa bohlale bohle ba Baegepeta, mme a ba matla dipolelong le mesebetsing ya hae. “Ha a ena le dilemo tse mashome a mane, pelong ya hae ha eba le takatso ya ho tjhakela bana babo, bana ba Iseraele. Yare ha a bona e mong a etswa hampe, a mo thusetsa; a pheteletsa ya tlatlapuwang ka ho bolaya Moegepeta. Jwale a hopola hore bana babo ba tla utlwisisa hore Modimo o tla ba pholosa ka letsoho la hae, empa ha ba a ka ba utlwisisa. Ka letsatsi le hlahlamang, a fumana ba bang ba lwana, a leka ho ba boelanya hore ba etse kgotso, a re: Banna, le bana ba motho; le etsetsanang hampe?>*** “Empa ya neng a etsa wa habo hampe a sutumeletsa Moshe thoko, a re: Ke mang ya o entseng mmusi le moahlodi hodima rona? O so rata ho mpolaya jwalokaha o bolaile Moegepeta maobane?>*** Moshe ha a utlwa polelo ena, a baleha ya eba mojaki naheng ya Midiane, moo a ileng a tswalla bara ba babedi teng. “Ha ho fetile dilemo tse mashome a mane, lengeloi la iponahatsa ho yena lehwatateng la thaba ya Sinai, le le hara malakabe a sehlahla se meutlwa, se tukang. Moshe ha a bona pono eo a e makalla. Ha a atamela ho shebisisa, lentswe la Morena la utlwahala, la re: Ke nna Modimo wa bo-ntatao, Modimo wa Aborahama, le wa Isaka, le wa Jakobo. Yaba Moshe o a thothomela, o hloka le sebete sa ho shebisisa. “Morena a re ho yena: Rola meqathatso ya hao, hobane sebaka seo o emeng ho sona se a halalela. Ruri ke bone tshotleho ya setjhaba sa ka se Egepeta, ke utlwile ho dumaela ha sona, mme ke theohetse lefatsheng ke hona ho tla se lopolla; jwale tloo, ke tla o roma Egepeta. “Moshe enwa, eo ba neng ba mo latole, ba re: Ke mang ya o entseng mmusi le moahlodi? ke yena eo Modimo a mo romileng ka thuso ya lengeloi, le iponahaditseng sehlahleng, ho ba mmusi le molopolli. Ke yena ya ba ntshitseng Egepeta, a etsa dimakatso le mehlolo naheng eo, le Lewatleng le Lefubedu, le lehwatateng, ka dilemo tse mashome a mane. Ke yena Moshe enwa ya itseng ho bana ba Iseraele: Hara bana babo lona, Modimo o tla le hlahisetsa Moporofeta ya kang nna. Ke yena ya ileng a ba teng phuthehong e lehwatateng, a ena le lengeloi le neng le bua le yena Thabeng ya Sinai, a ntse a ena le bo-ntata rona; ke yena ya amohetseng dipolelo tse phedisang ho le nea tsona. “Empa bo-ntata rona ba ile ba hana ho mo mamela, ba mo sutumeletsa thoko, dipelo tsa bona tsa kgutlela Egepeta, ba re ho Arone: Re etsetse medimo e tla re etella pele, hobane Moshe enwa, ya re ntshitseng naheng ya Egepeta, ha re tsebe se mo hlahetseng. Matsatsing ao ba bopa namane, ba tlisetsa setshwantsho seo sehlabelo, ba thabela mesebetsi ya matsoho a bona. Yaba Modimo o a ba furalla, o neelana ka bona ho sebeletsa lebotho la lehodimo, jwalokaha ho ngotswe bukeng ya baporofeta, ho thwe: “ Na lona ba ntlo ya Iseraele, le nnyeheletse ka tse hlabilweng le ka dinyehelo ka dilemo tse mashome a mane lehwatateng? Le ile la jara tente ya Moloke, le naledi ya modimo o bitswang Refane, e leng ditshwantsho tseo le di etseditseng ho di kgumamela. Kahoo ke tla le fallisetsa ka nqane ho Babilona. “Bo-ntata rona ba ne ba ena le Tente e pakang boteng ba Modimo lehwatateng, kamoo ho laetseng ya neng a bua le Moshe kateng, hore a e etse jwaloka setshwantsho seo a ileng a se bona. Bo-ntata rona ba e amohela. Tlasa tsamaiso ya Joshua, ba tla le yona naheng ya baditjhaba, bao Modimo a ileng a ba leleka pela bo-ntata rona, ho fihlela mehleng ya Davida. Davida a ratwa ke Modimo, mme a kopa ho fumanela Modimo wa Jakobo ntlo. Empa ke Solomone ya ileng a mo hahela ntlo eo. “Feela Ya Hodimodimo ha a dule matlung a hahilweng ka matsoho, jwalokaha moporofeta a re: “ Lehodimo ke terone ya ka, lefatshe ke bonamelo ba maoto a ka; lona le tla nkgahela ntlo e jwang, ho rialo Morena, kapa sebaka ke sefe seo nka phomolang ho sona? Na tsee tsohle ha di a etswa ke letsoho la ka na?>*** “Lona ba manganga, ba pelo di thata, le tsebe tse sa mameleng jwaloka tsa bahedene, kamehla le lona le hlola le hanyetsa Moya o Halalelang, jwaloka bo-ntata lona! Ke ofe wa baporofeta ya sa kang a hloriswa ke bo-ntata lona? Ba bolaile ba neng ba bolele pele ho tla ha Ya Lokileng, eo le lona le bileng baeki le babolai ba hae; lona ba amohetseng Molao oo le o neeleditsweng ke mangeloi, empa la se ke la o boloka.” Yare ha ba utlwa tsena, dipelo tsa bona tsa hlabeha, mme ba mo tsikitlanyetsa meno. Empa kaha a ne a tletse Moya o Halalelang, a tadima lehodimong, a bona kganya ya Modimo, le Jesu a eme ka letsohong le letona la Modimo, mme a re: “Bonang! Ke bona mahodimo a butswe, le Mora Motho a eme ka letsohong le letona la Modimo.” Jwale ba howa ka mantswe a phahameng, ba ithiba ditsebe, ba mo rutlolohela hong. Ba mo kgarameletsa kantle ho motse, ba mo tlepetsa ka majwe. Dipaki tsa bea diaparo tsa tsona maotong a mohlankana ya bitswang Saule. Ba tlepetsa Setefane ka majwe, a ntse a rapela, a re: “Morena Jesu, amohela moya wa ka!” Yaba o a kgumama, o howa ka lentswe le phahameng, o re: “Morena, o se ke wa ba balla sebe sena.” Hoba a rialo, a ithoballa. Saule o ne a dumellana le polao ya Setefane. Ka tsatsi lona leo tlhoriso e kgolo ya hlahela kereke e Jerusalema, mme bohle, haese baapostola feela, ba qhalanela dinaheng tsa Judea le Samaria. Banna ba tshabang Modimo ba epela setopo sa Setefane, mme ba mo llela haholo. Empa Saule yena a ripitla kereke, a kena ka tlung e nngwe le e nngwe, a hulanya banna le basadi, a ba hlahlela tjhankaneng. Ha e le ba qhalantsweng, ba ya kahohle ba ntse ba bolela molaetsa o molemo wa lentswe la Modimo. Filipi a theohela motseng wa Samaria, a phatlalletsa batho ba teng tsa Kreste. Ka moya o le mong matshwele a ela hloko tse neng di bolelwa ke Filipi; a mo mamela, mme a bona mehlolo eo a e etsang. Ba bangata ba ne ba ena le meya e ditshila; ya tswa ho bona e bokolla haholo. Le ba bangata ba ba shweleng ditho le ba diritsa ba fodiswa. Thabo e kgolo ya eba teng motseng oo. Monna e mong ya bitswang Simone, ya neng a se a ntse a le motseng oo e le senohe, a makatsa batho ba Samaria, a ipolela hore yena ke mangmang. Bohle ba ne ba mo mamela ka hloko, ho tloha ho e monyenyane ho isa ho e moholo, ba re: “Enwa ke Matla a Modimo a bitswang a maholo.” Ba ne ba mo mamela ka hloko kahobane e ne e se e le kgale a ba makatsa ka bonohe ba hae. Empa ha Filipi a se a ba bolelletse molaetsa o molemo wa tsa Mmuso wa Modimo le tsa lebitso la Jesu Kreste, ba dumela, mme ha kolobetswa banna le basadi. Simone le yena a dumela. Hoba a kolobetswe, a kgomarela Filipi, a bona mehlolo le diketso tse kgolo, tse matla, tse etsahalang, mme a hlollwa. Yare ha baapostola ba leng Jerusalema ba utlwa hore Samaria e amohetse lentswe la Modimo, ba roma Petrose le Johanne teng. Bona ha ba fihla, ba rapella Basamaria hore ba amohele Moya o Halalelang, hobane o ne o eso ka o theohela le ho ya mong wa bona, ba mpa ba kolobeditswe feela ka lebitso la Morena Jesu. Yaba Petrose le Johanne ba ba bea matsoho, mme ba amohela Moya o Halalelang. Ha Simone a bona hore Moya o Halalelang o newa ka peo ya matsoho a baapostola, a ba tlisetsa tjhelete, a re: “Le nna mpheng matla ana, hore mang le mang eo ke mmeang matsoho a tle a amohele Moya o Halalelang.” Empa Petrose a re ho yena: “Tsamo shwela kwana le tjhelete ya hao! O lekanya hore mpho ya Modimo e rekwa ka tjhelete! Ha o na kabelo leha e le seabo tabeng ena, hobane pelo ya hao ha e a loka mahlong a Modimo. Ka baka leo, bakela bokgopo bona ba hao, mme o rapele Morena hore mohlomong o tle o tshwarelwe mohopolo wa pelo ya hao; etswe ke bona hore o na le takatso e mpe, mme o ditlamong tsa bokgopo.” Simone a araba, a re: “Lona a le ke le nthapelle ho Morena, hore ke se ke ka hlahelwa ke letho la tseo le di boletseng.” Hoba ba pake, mme ba bolele lentswe la Morena, ba kgutlela Jerusalema, ba ntse ba phatlalatsa molaetsa o molemo metseng e mengata ya Basamaria. Lengeloi la Morena la bua ho Filipi, la re: “Tsamaya o ye nqa borwa, tseleng e theohang Jerusalema e yang Gasa, e bodutu.” A ema, a tsamaya. Ho ne ho ena le monna wa Mokushe wa lehaole, e le letona la Kandake, mofumahadi wa Bakushe, le modisa wa matlotlo a hae wohle. O ne a tlile Jerusalema ho tla kgumamela Modimo. Jwale o ne a boela hae, a palame kariki ya hae, a bala bukeng ya moporofeta Esaya. Yaba Moya o Halalelang o re ho Filipi: “Eya, o tsamaye le kariki eno.” Filipi a mathela ho yona, a mo utlwa a bala bukeng ya moporofeta Esaya. A re ho yena: “Na o utlwisisa seo o se balang?” Yena a re: “Nka utlwisisa jwang ho se motho ya ntlhalosetsang?” Yaba o kopa Filipi hore a hlwe, mme a dule le yena. Temana ya Mangolo eo a neng a e bala e ne e le ena: “O ila iswa moo a ilo hlabelwa teng, mme jwaloka konyana e kgutsitseng, e kgutsitseng pela mokuti wa yona, le yena ha ho letho leo a ila le bua. A kokobetswa, a hlokelwa toka. Ke mang ya tla bolela leloko la hae, ha e le moo bophelo ba hae bo fedisitswe lefatsheng?” Yaba lehaole le re ho Filipi: “Ke a o botsa hle, moporofeta o bolela see ka mang? Na o bua ka yena, kapa ka e mong osele?” Jwale Filipi a bua, a qala ka temana ena, a mmolella molaetsa o molemo wa Jesu. Ha ba ntse ba tsamaya tseleng, ba fihla moo metsi a leng teng, mme lehaole la re: “Metsi ke ana! Nka thibelwa keng hore ke kolobetswe?” Filipi a re: “Haeba o dumela ka pelo ya hao yohle, hoo ho ka etswa.” La araba, la re: “Ke a dumela hore Jesu Kreste ke Mora wa Modimo.” La laela hore kariki e emiswe. Filipi le lehaole ba theohela metsing hammoho, mme Filipi a le kolobetsa. Hoba ba nyolohe metsing Moya wa Morena wa nka Filipi, mme lehaole ha le a ka la hlola le mmona; la tswela pele leetong la lona le nyakaletse. Empa Filipi a iphumana a se a le Ashedode, a ntse a bolela molaetsa o molemo metseng yohle eo a fetang ho yona, ho fihlela a kena Sesaria. Saule, a sa ntse a pipitlellane ke moya wa ho sokela le wa ho bolaya barutuwa ba Morena, a ya ho Moprista e Moholo. A kopa mangolo a yang Damaseka, matlung a thapelo, e le hore ha a ka fumana bao e leng ba Tsela ena ya Bokreste, leha e le banna kapa basadi, a ba tlame, a ba tlise Jerusalema. Ha a ntse a tsamaya, a se a le haufi le Damaseka, hanghang ha phatsima lesedi le tswang lehodimong, la mo teela hare. A wela fatshe, a utlwa lentswe le reng ho yena: “Saule! Saule! O ntlhorisetsang na?” A botsa, a re: “O mang, Morena?” Lentswe la re: “Ke nna Jesu, eo o mo hlorisang, empa tsoha, o kene motseng, mme teng o tla bolellwa seo o lokelang ho se etsa.” Jwale banna ba tsamayang le yena ba ema tlekelele! kaha ba ne ba fela ba utlwile lentswe, empa ba sa bone motho. Saule a tsoha fatshe, mme ha a tutuboloha, o ne a se a sa bone. Ba mo tataisa ka letsoho, ba mo isa Damaseka. A qeta matsatsi a mararo a sa bone, a sa je, a sa nwe. Ho ne ho ena le morutuwa e mong Damaseka, ya bitswang Ananiase; Morena a mmolella ka pono, a re: “Ananiase!” Yena a re: “Ke nna enwa, Morena!” Morena a re ho yena: “Ema, o ye seterateng se bitswang Se Otlolohileng, mme ka tlung ya Juda o batle monna ya bitswang Saule wa Tarasuse. Bona, o a rapela, mme ponong o bone monna ya bitswang Ananiase a kena, a mmea matsoho hore a tle a boele a bone.” Ananiase a araba, a re: “Morena, ke utlwile ka ba bangata kamoo monna eo a entseng tse ngata, tse mpe, ho badumedi ba hao ba Jerusalema, mme le mona o filwe matla ke baprista ba baholo, ho tlama bohle ba o rapelang.” Empa Morena a re ho yena: “Eya, hobane monna eo ke mohlanka eo ke mo kgethileng ho tsebisa baditjhaba, le dikgosi, le bana ba Iseraele lebitso la ka. Nna ke tla mmontsha tsohle, tseo eka kgonang a di hlokofaletswe ka baka la lebitso la ka.” Ananiase a ya, a kena ka tlung eo, a mmea matsoho, a re: “Saule ngwaneso, Morena, e leng Jesu ya ileng a iponahatsa ho wena tseleng eo o neng o etla ka yona, o nthomile hore o tle o boele o bone, o be o tlale Moya o Halalelang.” Hanghang mahlong a hae ha wa ho kang makgekgebu, mme a boela a bona. A ema, a kolobetswa. Yare hoba a je, a boela a matlafala. Saule a hlola nakwana le barutuwa ba leng Damaseka, mme kapelepele a phatlalatsa matlung a thapelo hore Jesu ke Mora wa Modimo. Bohle ba mo utlwang ba makala, ba re: “Na eo hase yena ya ileng a fedisa bohle ba rapelang Jesu, Jerusalema, ya bileng a tlileng moo ka hona hoo, hore a ba tlame, a ba ise ho baprista ba baholo na?” Empa Saule yena a eketsa ho ipha matla le ho ferekanya Bajuda ba ahileng Damaseka, ka ho ba bontsha hore Jesu ke yena Mesia. Ha ho fetile matsatsi a mangata, Bajuda ba rera ho bolaya Saule, empa morero oo wa bona a o tseba. Bosiu le motsheare ba lebela dikgoro tsa motse, hore ba tle ba mmolaye, empa bosiu barutuwa ba hae ba mo nka, ba mo nka, ba mo ntsha le lerakong la motse ka ho mo lepeletsa a le ka sesiung. Yare hoba Saule a fihle Jerusalema, a leka ho ikopanya le barutuwa, empa bohle ba ne ba mo tshaba, ba sa dumele hore ke morutuwa. Baranabase a mo nka, a mo isa ho baapostola, mme a ba hlalosetsa kamoo Saule a ileng a bona Morena kateng tseleng, le hore o ile a bua le yena, le kamoo a ileng a bua kateng phatlalatsa Damaseka ka lebitso la Morena. Jwale a tsamaya a ena le bona Jerusalema yohle, a bua phatlalatsa ka lebitso la Morena. O ne a bua, a phehisana kgang le Bajuda ba buang Segerike, mme ba leka ho mmolaya. Ha badumedi ba tsebile, ba mo theolela Sesaria, ba mo romela Tarasuse. Kereke ya eba le kgotso Judea yohle, le Galelea, le Samaria; ya bopeha, ya phela ka ho tshaba Morena, mme ya anafala ka kgothatso ya Moya o Halalelang. Petrose o ne a tsamaya hohle, mme ka mohlomong a theoha ho ya bona le badumedi ba ahileng Lida. Teng a fumana monna e mong ya bitswang Enea, ya neng a qetile dilemo tse robedi a robetse diphateng, a shwele ditho. Petrose a re ho yena: “Enea, Jesu Kreste o a o fodisa; tsoha o alole diphate tsa hao.” A tsoha hanghang. Baahi bohle ba Lida le Sarone ba mmona, mme ba sokolohela ho Morena. Motseng wa Jopo ho ne ho ena le morutuwa ya bitswang Tabitha, e leng ho re Dorokase. Mosadi enwa o ne a etsa mesebetsi e mengata, e molemo, a etsetsa le mafutsana dithuso tse ngata. Matsatsing wona ao a kula, mme a shwa. Hoba a hlatsuwe, a bewa kamoreng e kahodimo. Kaha Lida e le haufi le Jopo, barutuwa ha ba utlwa hore Petrose o Lida, ba roma banna ba babedi ho yena, ba mo rapela, ba re: “O se ke wa dieha ho tla ho rona.” Petrose a ema, a ya le bona. Ha a fihla, ba mo isa kamoreng e kahodimo, mme bahlolohadi bohle ba mo teela hare ba ntse ba lla, ba mmontsha mefuta ya diaparo eo Dorokase a neng a di etse ha a sa ntse a phela. Hoba Petrose a ntshetse bohle kantle, a kgumama, a rapela; a ntano retelehela setopong, a re: “Tabitha, tsoha!” Tabitha a tutuboloha, mme ha a bona Petrose, a dula. Petrose a mo tshwara ka letsoho, a mo emisa; yare hoba a bitse badumedi le bahlolohadi, a mo hlahisa ho bona a phela. Taba ena ya tsejwa hohle Jopo, mme ba bangata ba dumela ho Morena. Petrose a hlola Jopo matsatsi a mangata, ha motho e mong ya bitswang Simone, sesuhi sa matlalo. Monna e mong o ne a le teng Sesaria, ya bitswang Kornele, e le molaodi wa ba lekgolo lebothong le bitswang la Italia. E ne e le morapedi ya tshabang Modimo, yena le lelapa la hae lohle, a etsetsa setjhaba sa Bajuda dithuso tse ngata, a rapela Modimo kamehla. Ha e batla e eba hora ya boraro motsheare wa mantsiboya, a bona ponong, ka mokgwa o hlakileng, lengeloi la Modimo le kena ka ho yena, le re: “Kornele!” A le tadima, a tshoha, mme a re: “Keng, Morena?” La re ho yena: “Dithapelo le dithuso tsa hao ho mafutsana di amohelehile ho Modimo, mme o o hopotse. Jwale romela banna Jopo, o bitse Simone ya bitswang Petrose; ke moeti wa motho e mong, ya bitswang Simone, sesuhi sa matlalo, ya nang le ntlo pela lewatle.” Yare hoba lengeloi le buang le yena le tlohe, a bitsa bahlanka ba hae ba babedi le mohlabani e mong wa ba mo lebelang, ya hlomphang Modimo, a ba hlalosetsa tsohle tse etsahetseng, a nto ba roma Jopo. Ka la hosasane, ha bao ba ntse ba le tseleng, mme ba se ba atametse motse, Petrose a hlwella kahodima ntlo ho ya rapela; e ne e ka ba hara mpa ya motsheare. A lapa, a lakatsa ho ja. Yare ha ho ntse ho lokiswa dijo, a ba le pono. A bona lehodimo le bulehile, mme ho theoha ntho e nngwe e kang lesela le leholo, le lepelletswang fatshe le tshwerwe ka diqola tse nne. Ka ho lona ho ne ho ena le diphoofolo tsohle tse maotomane, dihahabi tsa lefatshe le dinonyana tse fofang. Lentswe la re ho yena: “Petrose, ema, o hlabe, o je!” Empa Petrose a re: “Tjhe, le kgale, Morena! Ha ke eso ka ke eja letho le ilehang, le sa hlwekang.” Lentswe la bua le yena kgetlo la bobedi, la re: “Tseo Modimo a di hlwekisitseng, wena o se ke wa re di a ileha.” Hona ha etsahala ka makgetlo a mararo, mme hanghang ntho eo ya nkelwa hape lehodimong. Yare ha Petrose a ntse a ipotsa hore na pono eo a e boneng e bolelang, banna ba romilweng ke Kornele, hoba ba batle, ba botse hore na ha Simone ke kae, ba fihla monyako. Ba howeletsa, ba botsa hore na ho na le moeti ya bitswang Simone Petrose moo. Ha Petrose a ntse a nahana ka pono eo, Moya wa re ho yena: “Bona, banna ba babedi ba a o batla. Ema he, o theohe, o ye le bona o sa qeaqee, hobane ba romilwe ke nna.” Petrose a theohela ho banna bao, a re: “Ke nna eo le mmatlang! Lebaka leo le tlileng ka lona ke lefe?” Ba re: “Molaodi wa lebotho la ba lekgolo, Kornele, monna ya lokileng, ya tshabang Modimo, ya pakwang ke setjhaba sohle sa Bajuda, o lemositswe ke lengeloi le halalelang, hore a o bitsetse ha hae, a tle a utlwe seo o tla mmolella sona.” Yare hoba a re ba kene, a ba amohela. Ka la hosasane a itokisa, a ya le bona, mme badumedi ba bang ba Jopo ba mo felehetsa. Ka le hlahlamang a kena Sesaria. Kornele o ne a ba lebeletse, a bitsitse bang ka yena le metswalle ya hae ya hlooho ya kgomo. Yare ha Petrose a fihla, Kornele a mo kgahlanyetsa, a itihela maotong a hae, a kgumama. Empa Petrose a mo emisa, a re: “Ema; le nna ke motho.” Petrose a kena ha Kornele a ntse a buisana le yena, mme a fumana ho phuthehile batho ba bangata. A re ho bona: “Ha ke re le tseba kamoo ho sa dumellehang kateng hore monna wa Mojuda a tlwaelane le moditjhaba, kapa a mo tjhakele? Empa nna Modimo o mpontshitse hore ha ho motho ya ilehang kapa ya sa hlwekang. Ka baka leo, ke tlile ke se na pelaelo ha ke bitswa. Ha ho le jwalo, ke botsa hore na le mpitseditseng?” Kornele a re: “Maobeng, ha ke ne ke ntse ke rapela ka tlung ya ka, ka nako e ka bang yona ena, e leng hora ya boraro motsheare wa mantsiboya, monna ya apereng seaparo se hadimang, a ema kapele ho nna. Eaba o re: Kornele, thapelo ya hao e utlwilwe, mme dithuso tsa hao ho mafutsana di hopotswe ke Modimo. Ka baka leo, romela Jopo, o bitse Simone ya bitswang Petrose: ke moeti ha Simone, sesuhi sa matlalo, ya ahileng pela lewatle. Ka hona ke ile ka romela ho wena ka potlako, mme o entse hantle ha o tlile. Jwale rona bohle re teng mona pela Modimo, ho utlwa tseo o di laetsweng ke Morena.” Petrose a bua, a re: “Kannete ke a hlokomela hore Modimo ha a ye ka tshobotsi, empa, ditjhabeng tsohle, ya mo tshabang, ya etsang toka, o a amoheleha ho yena. O ile a romela lentswe la hae ho bana ba Iseraele ka ho bolela molaetsa o molemo wa kgotso ka Jesu Kreste, eo e leng Morena wa bohle. Le tseba se etsahetseng Judea yohle, ho qala Galelea, kamora kolobetso e ileng ya phatlalatswa ke Johanne; kamoo Modimo a neng a tlotse Jesu wa Nasaretha kateng, ka Moya o Halalelang le ka matla. Jesu a tsamaya hohle a ntse a etsa tse molemo, a fodisa ba neng ba hateletswe ke Diabolosi, hobane Modimo o ne a ena le yena. “Re dipaki tsa dintho tsohle tseo a ileng a di etsa naheng ya Bajuda le Jerusalema; yena eo ba mmolaileng ka ho mo thakgisa sefapanong. Empa Modimo o ile a mo tsosa bafung ka letsatsi la boraro, mme a etsa hore a iponahatse, e seng ho batho bohle, empa ho dipaki tse kgethilweng ke Modimo e sa le pele, e leng rona ba ileng ba eja, ba enwa le yena kamora ho tsoha ha hae bafung. O ile a re laela ho phatlalletsa setjhaba le ho paka hore ke ya beilweng ke Modimo ho ba moahlodi wa ba phelang le ba shweleng. Baporofeta bohle ba a mo paka, ba re e mong le e mong ya dumelang ho yena o tla amohela tshwarelo ya dibe ka lebitso la hae.” Yare Petrose a sa ntse a bua mantswe ana, Moya o Halalelang wa theohela hodima bohle ba mametseng lentswe. Badumedi bohle ba bolotseng, e leng Bajuda, ba feleheditseng Petrose, ba hlollwa ha mpho ya Moya o Halalelang e theolelwa le ho baditjhaba, hobane ba ne ba utlwa ba bua dipuopuo, ba tlotlisa Modimo. Jwale Petrose a re: “Na ho ka ba teng ya ka thibelang hore batho baa, ba amohetseng Moya o Halalelang jwaloka rona, ba kolobetswe ka metsi na?” A laela hore ba kolobetswe ka lebitso la Jesu Kreste. Yaba ba mo kopa hore a hlole le bona matsatsi a se makae. Baapostola le badumedi ba neng ba le Judea ba utlwa hore le baditjhaba ba amohetse lentswe la Modimo. Yare ha Petrose a nyolohetse Jerusalema, ba bolotseng, e leng Bajuda, ba mo tsekisa, ba re: “O kene ha banna ba maqai, wa ja le bona!” Petrose a qala ho ba qaqisetsa tsohle ka ho hlahlamana, a re: “Ke ne ke rapela ke le motseng wa Jopo, mme ka bona pono. Ha theoha ntho e nngwe e kang lesela le leholo le tswang lehodimong, le lepeletswang, le tshwerwe ka diqola tse nne, mme ya tla ho nna. Ha ke tadimisisa ka ho yona, ka bona diphoofolo tsa lefatshe tse maotomane, le dibatana, le dihahabi, le dinonyana tse fofang. Ka utlwa le lentswe le re ho nna: Petrose, ema, o hlabe, o je! “Yaba ke re: Tjhe, le kgale, Morena! Hobane ka hanong la ka ha ho eso ka ho kena letho le ilehang, kapa le sa hlwekang. “Lentswe le tswang lehodimong la bua kgetlo la bobedi, la re: Tseo Modimo a di hlwekisitseng, o se ke wa re di a ileha. Hona ha etsahala ka makgetlo a mararo, yaba tsohle di nkelwa hape lehodimong. “Bonang, hanghang ha fihla banna ba bararo tlung eo ke neng ke le ka ho yona, ba romilweng ho nna, ba etswa Sesaria. Moya wa re ho nna ke tsamaye le bona ke sa qeaqee ka letho. Le bana beso bana ba tsheletseng ba ya le nna, mme ra kena ka tlung ya monna eo. A re tsebisa kamoo a ileng a bona lengeloi le eme ka tlung ya hae kateng, le re: Romela Jopo, o bitse Simone ya bitswang Petrose. O tla o bolella mantswe a tla o pholosa, wena le lelapa la hao lohle. “Yare ke sa qala ho bua, Moya o Halalelang wa theohela hodima bona, jwaloka ho rona, qalehong. Jwale ka hopola polelo ya Morena, kamoo a itseng kateng: Johanne o fela a kolobeditse ka metsi, empa lona le tla kolobetswa ka Moya o Halalelang. Ka baka leo, ha Modimo a ba neile mpho e lekanang le eo a e neileng rona ba dumelang ho Morena Jesu Kreste, nna ke ne ke le mang nka thibelang Modimo?” Yare ha ba utlwa tsena, ba thola. Jwale ba tlotlisa Modimo, ba re: “Efela le baditjhaba Modimo o ba neile pako e isang bophelong.” Badumedi ba neng ba qhalantswe ke tlhoriso e bileng teng ho Setefane, ba fetela Fenisia, le Sipera, le Antiokia, ba sa bolelle motho lentswe la Modimo, haese Bajuda feela. Empa ba bang ba bona e ne e le matswallwa a Sipera le ba Sirene, bao eitseng ha ba fihla Antiokia ba bua le bahedene, ba ba ruta molaetsa o molemo wa Jesu Kreste. Letsoho la Morena le ne le ena le bona, mme palo e kgolo ya ba dumelang ya sokolohela ho Morena. Jwale taba ena ya fihla tsebeng tsa kereke, Jerusalema, mme ba romela Baranabase, Antiokia. Ha a fihla, mme a bona mohau wa Modimo, a thaba, a kgothaletsa bohle hore ba kgomarele Morena ka pelo tse tiileng, kahobane e ne e le monna ya molemo, ya tletseng Moya o Halalelang le tumelo. Yaba letshwelehadi le sokolohela ho Morena. Jwale Baranabase a ya Tarasuse ho ya batla Saule, mme hoba a mo fumane, a mo tlisa Antiokia. Ha fela selemo se tletseng ba ntse ba phutheha le kereke, ba ruta letshwelehadi. Ke hona Antiokia moo barutuwa ba qadileng ho bitswa Bakreste teng. Matsatsing ao baporofeta ba bang ba theoha Jerusalema, ba ya Antiokia. E mong wa bona ya bitswang Agabuse, a ema, a dupa ka Moya o Halalelang hore ho se ho tla ba le tlala e kgolo lefatsheng lohle; ya fela ya eba teng mehleng ya ha ho ne ho busa Tlelaudiose. Yaba barutuwa ba rera ho romela dithuso ho badumedi ba ahileng Judea, ho ya kamoo e mong le e mong wa bona a ka kgonang kateng. Ba fela ba etsa jwalo, ba di romela ho baholo ka Baranabase le Saule. Ka nako eo, kgosi Heroda a tshwara batho ba bang ba kereke, ho ba hlokofatsa. A bolaya Jakobo ngwanabo Johanne ka sabole. Yare ha a bona hore taba eo e kgahlile Bajuda, a eketsa ka ho tshwara Petrose. E ne e le matsatsi a mokete wa bohobe bo sa lomoswang. Hoba a mo tshware, a mo kenya tjhankaneng, a mo neela dihlopha tse nne tsa bahlabani ba bane sehlopheng ka seng, hore ba mo lebele, a hopotse ho mo hlahisa kapele ho setjhaba kamora Paseka. Ka baka leo, Petrose a bolokwa tjhakaneng, empa kereke e ne e mo rapella ho Modimo e tiile. Bosiung boo Heroda a neng a tla tsoha a mo hlahisa ho setjhaba ka bona, Petrose o ne a robetse pakeng tsa bahlabani ba babedi, a tlamilwe ka mahlaahlela a mabedi, mme balebedi ba lebetse monyako wa tjhankana. Hanghang lengeloi la Morena la ema moo, mme lesedi la kganya ka tjhankaneng. Lengeloi la sisinya Petrose lehlakoreng, la mo tsosa, la re: “Tsoha kapele!” Mahlaahlela a matsohong a hae a wa. Lengeloi la re ho yena: “Tena, o rwale meqathatso ya hao.” A etsa jwalo. La re ho yena hape: “Apara seaparo sa hao, o ntatele.” A tswa, a le latela, a sa tsebe hore se etswang ke lengeloi ke nnete: A mpa a lekanya hore o bona pono. Yare hoba ba fete molebedi wa pele le wa bobedi, ba fihla monyakong wa tshepe o tswelang motseng; wa ipula, yaba ba a tswa, ba theosa ka seterata se le seng, mme hanghang lengeloi la tloha ho yena. Petrose ha a re qwatsi! Yaba o re: “Jwale ke tseba kannete hore Morena o romile lengeloi la hae, mme o nnamoletse matsohong a Heroda le ho tsohle tse neng di lebeletswe ke setjhaba sa Bajuda.” Hoba a elellwe jwalo, a ya tlung ya Maria, mma Johanne ya bitswang Mareka, moo ba bangata ba neng ba phuthehetse teng, ba rapela. Ha a kokota lemating la mathule, lekgabunyane le bitswang Roda la atamela, ho tla mamela. La tseba lentswe la Petrose, mme ka baka la thabo, la se ke la bula lemati, la mpa la mathela ka tlung, la ba tsebisa hore Petrose o eme mathuleng. Empa ba re ho yena: “O a hlanya!” Yena a tiisa ka matla hore ho jwalo. Yaba ba re: “Ke lengeloi la hae.” Empa Petrose a nna a kokota; ha ba bula, ba mmona, mme ba makala. A ba phoka ka letsoho hore ba kgutse, a ba phetela kamoo Morena a mo ntshitseng tjhankaneng kateng, a ba a re: “Tsebisang Jakobo le badumedi ditaba tsena.” A tswa, a ya sebakeng se seng. Yare ha bo esa, ha eba le moferefere o se kaa ka letho hara bahlabani, ba re na hantlentle ho etsahetseng ka Petrose. Ha Heroda a mmatla, mme a sa mo fumane, a botsisisa balebedi, a nto laela hore ba bolawe. Yaba Heroda o theoha Judea, o ya Sesaria, mme a dula teng. Jwale Heroda o ne a halefetse ba Tire le Sidone haholo. Ba tla ho yena ba le ntsweleng, mme hoba ba qekise Belasetose, modisa wa ntlo ya kgosi ya ho robala, ba kopa kgotso, hobane naha ya bona e ne e phediswa ke ya kgosi. Ka letsatsi le kgethilweng, Heroda a apara seaparo sa hae sa bokgosi, a dula setulong sa hae, a bua le batho. Letshwele la howa, la re: “Lentswe lena ke la modimo, e seng la motho!” Hanghang lengeloi la Morena la mo otla, kahobane a sa ka a hlompha Modimo, mme a jewa ke diboko, a shwa. Empa lentswe la Modimo la ata, la anafala. Ha Baranabase le Saule ba se ba phethile mosebetsi wa bona, ba kgutla Jerusalema, ba tla le Johanne ya bitswang Mareka. Kerekeng ya Antiokia ho ne ho ena le baporofeta le baruti, e leng Baranabase le Simeone, ya neng a bitswa Botsho, le Losaniase wa Sirene, le Manaene, ya hodisitsweng le kgosi Heroda, le Saule. Ha ba ntse ba phetha tshebeletso ya Morena Jesu, mme ba itima dijo, Moya o Halalelang wa re: “Nkgetheleng Baranabase le Saule bakeng sa mosebetsi oo ke ba bitseditseng wona.” Yare hoba ba itime dijo, mme ba rapele, ba ba bea matsoho, ba re ba tsamaye. Kaha ba ne ba romilwe ke Moya o Halalelang, ba theohela Selekose; ho tloha moo ba tshelela Sipera ka sekepe. Yare ha ba fihla Salamise, ba phatlalatsa lentswe la Modimo matlung a thapelo a Bajuda. Ba ne ba ena le Johanne, e le mothusi wa bona. Ha ba se ba tsamaile le sehlekehleke sohle ho ya fihla Pafose, ba fumana monna e mong wa senohe, e le moporofeta wa bohata, wa Mojuda, ya bitswang Barejesu. E ne e le lehlahana la mmusisi Seregiose Paulosi, monna ya sedi. Mmusisi enwa a bitsa Baranabase le Saule, hobane a ne a rata ho utlwa lentswe la Modimo. Empa Elemase wa senohe, kaha lebitso la hae le hlaloswa jwalo, a ba hanyetsa, a batla ho kgelosa mmusisi tumelong. Jwale Saule, ya bileng a bitswang Paulosi, a tletse Moya o Halalelang, a mo tadimisisa, a re: “Ngwana Diabolosi! Wena ya tletseng thetso le bokgopo bohle! Sera sa toka yohle! Na ha o sa tla kgaotsa ho kgopamisa ditsela tse lokileng tsa Morena? Jwale, bona, letsoho la Morena le a o otla: o tla foufala, o se ke wa bona letsatsi ka nako e itseng.” Hanghang mohodi le lefifi tsa mo aparela, mme a nna a phopholetsa ho batla ya ka mo tataisang ka letsoho. Yare ha mmusisi a bona se etsahetseng, a dumela, a makalla thuto ya Morena. Paulosi le ba nang le yena ba tloha Pafose ka sekepe, ba ya fihla Perege e Pamfilea. Johanne a kgaohana le bona, a kgutlela Jerusalema. Bona ba phunyeletsa ho tloha Perege, ho ya fihla Antiokia e Pisidia. Ba kena ka tlung ya thapelo ka letsatsi la Sabatha, ba dula fatshe. Yare hoba ba bale Molao le Baporofeta, baokamedi ba ntlo ya thapelo ba romela ho bona, ba re: “Banna ba heso, haeba le ena le lentswe le leng la ho kgothatsa batho bana, buang.” Paulosi a ema, a phoka ka letsoho, a re: “Banna ba Iseraele, le lona ba tshabang Modimo, mamelang! Modimo wa setjhaba sena sa Iseraele a na a kgetha bo-ntata rona moholo, a ba etsa setjhaba se seholo ha ba ntse ba jakile naheng ya Egepeta, mme a ba ntsha teng ka letsoho le matla. Ka dilemo tse ka bang mashome a mane a mamella mekgwa ya bona ha ba le lehwatateng. Ha a se a timeditse ditjhaba tse supileng naheng ya Kanana, a ba nea naha eo hore e be lefa la bona ka dilemo tse ka bang makgolo a mane le mashome a mahlano. “Kamora tsena a ba nea baahlodi, ho fihlela mehleng ya moporofeta Samuele. Ho tloha moo ba ikopela ho fuwa kgosi, mme Modimo a ba nea Saule, mora wa Kishe, wa leloko la Benjamine, ya ileng a busa ka dilemo tse mashome a mane. Ha Modimo a se a mo tlositse, a bea Davida ho ba kgosi ya bona, eo a bileng a mo paka, a re: Ke fumane Davida, mora wa Jese, e le monna eo ke mo ratang, ya tla phetha thato ya ka yohle. “Ke ka ditloholo tsa monna enwa Modimo a ileng a tlisetsa Iseraele Mopholosi, e leng Jesu, ho ya ka tshepiso ya hae. Jesu a eso tle, Johanne o ne a ile a ruta batho bohle ba Iseraele hore ba bake, ba kolobetswe. Ha Johanne a qetile tsa thomo ya hae, a re: Le lekanya hore nna ke mang? Ha ke Yena, empa bonang, kamora ka ho tla eo ke sa tshwanelang ho lokolla meqathatso maotong a hae. “Banna ba heso, bana ba Aborahama, le lona ba tshabang Modimo, lentswe lena la pholoho le rometswe ho rona, hobane ba ahileng Jerusalema le babusi ba bona ba ne ba sa tsebe monna enwa le mantswe a baporofeta, a neng a balwa ka Sabatha se seng le se seng, empa ba a phethahaditse ka ho mo ahlola. Leha ba sa ka ba fumana a ena le molato o lokelang lefu, ba kopa Pilato hore a bolawe. Ha ba se ba phethile tsohle tse ngotsweng ka yena, ba mo theola sefapanong, ba mmea ka lebitleng. Empa Modimo a mo tsosa bafung. Ka matsatsi a mangata a iponahatsa ho ba neng ba nyolohile le yena ho tloha Galelea ho tla Jerusalema, bao jwale e leng dipaki tsa hae ho batho. “Rona re le bolella molaetsa o molemo: Seo Modimo a neng a se tshepisitse bo-ntata rona, o se phethahaditse ho rona, bana ba bona, ka ho tsosa Jesu bafung, jwalokaha ho ngotswe Pesalemeng ya bobedi, ho thwe: “ O Mora wa ka, kajeno ke o tswetse; “le hore Modimo o mo tsositse bafung, hore a se ke a hlola a boela ho boleng, ke seo a se boletseng ha a re: “ Ke tla le nea mahlohonolo a halalelang a sebele, a tiisitsweng a Davida. “Hape sebakeng se seng o re: “ Ha o ka ke wa tlohella Ya Halalelang wa hao hore a bole. “Efela Davida hoba a sebeletse moloko wa hae, a phethe thato ya Modimo bophelong ba hae, o ile a ithoballa, a epelwa pela bo-ntatae, a bola. Athe ya tsositsweng bafung ke Modimo ha a ka a bola. “Ka baka leo, tsebang he, bana beso, hore ka Jesu le phatlalletswa tshwarelo ya dibe. Le dinthong tsohle tseo le neng le sitwa ho fumanwa le se molato ho tsona ka Molao wa Moshe, mang le mang ya dumelang ho Jesu o fumanwa a se molato ho tsona. Ka baka leo, hlokomelang, esere la hlahelwa ke se neng se bolelwe ke baporofeta: “ Tadimang, lona banyedisi ting! Makalang, le be le timele! Ke etsa ho hong mehleng ena ya hao; ke etsa hoo o neng o ke ke wa ho dumela, leha o ne o ka ba wa ho bolellwa. ” Yare ha ba etswa, batho ba ba kopa hore ba tle ba ba bolelle ditaba tseo le ka Sabatha se latelang. Jwale ha phutheho e se e qhalane, Bajuda ba bangata le basokolohi ba hlomphang Modimo, ba sala Paulosi le Baranabase morao. Bona ba bua le bona, ba ba kgothaletsa ho tiisetsa mohaung wa Modimo. Ka Sabatha se hlahlamang motse wa batla o phutheha kaofela ho tla utlwa lentswe la Modimo. Empa Bajuda ha ba bona matshwele, ba kenwa ke mona, ba hanyetsa tse builweng ke Paulosi, ba mo nyefola. Yaba Paulosi le Baranabase ba bua ka sebete, ba re: “Ho ne ho tshwanetse hore lentswe la Modimo le bolelwe ho lona pele, empa erekaha le le hana, le ikahlola hore ha le lokelwe ke bophelo bo sa feleng; bonang, re ya ho baditjhaba. Morena o re laetse tjena: “ Ke o entse lesedi la ditjhaba, hore o ise pholoho le dipheletsong tsa lefatshe! ” Yare ha baditjhaba ba utlwa ba thaba, mme ba tlotlisa lentswe la Morena. Bohle ba kgethetsweng bophelo bo sa feleng ba dumela. Lentswe la Modimo la anetswa sebakeng seo. Empa Bajuda ba kenya moya ho basadi ba hlomphehang, ba hlomphang Modimo, le ho banna ba ka sehloohong ba motse, hore ba hlorise Paulosi le Baranabase, mme ba ba leleka naheng ya bona. Yaba bona ba ba hlohlorela lerole le maotong a bona, ba ya Ikonione. Ha e le barutuwa bona ba tlala thabo le Moya o Halalelang. Ha etsahala hore ha Paulosi le Baranabase ba le Ikonione, ba kene hammoho ka tlung ya thapelo ya Bajuda. Ba bua hoo palo e kgolo ya Bajuda le Bagerike e ileng ya dumela. Empa Bajuda ba sa dumeleng ba hlohleletsa, ba senya maikutlo a baditjhaba hore a hanane le badumedi. Ka baka leo, bo-Paulosi le Baranabase ba qeta nako e telele ba bua ka sebete ka Morena. Morena a paka bonnete ba lentswe le bolelang mohau wa hae, ka ho ba nea matla a ho etsa mehlolo le dimakatso. Empa baahi ba motse ba arohana; ba bang ba dumellana le Bajuda, ba bang le baapostola. Hara baditjhaba le Bajuda, hammoho le babusi ba bona, ha eba le morero wa ho ba etsa hampe le ho ba tlepetsa ka majwe. Ha baapostola ba lemoha taba eo, ba tshabela metseng ea Lokaonia, le Lesitera le Derebe, le tikolohong ya yona, mme ba bolela molaetsa o molemo teng. Moo Lesitera ho ne ho ena le monna e mong, ya holofetseng maoto, e le seritsa sa tswalo, se dulang feela, se eso ka se tsamaya. Monna enwa a mamela Paulosi ha a bua. Ha Paulosi a mo tadima, mme a bona hore o na le tumelo ya hore a ka fodiswa, a bua ka lentswe le phahameng, a re: “Ema ka maoto, o otlolohe!” Yaba o tlolela hodimo, o a tsamaya. Matshwele ha a bona seo Paulosi a se entseng, a howa ka puo ya Selokaonia, a re: “Medimo e theohetse ho rona ka sebopeho sa batho!” Yaba a bitsa Baranabase Seuse, le Paulosi Heremese, kaha e ne e le yena molomo wa bona. Moprista wa Seuse, eo tempele ya hae e neng e le haufi le motse, a tlisa dipoho tse meqhaka dikgorong tsa motse, mme yena a lakatsa ho etsa sehlabelo mmoho le matshwele. Empa ha baapostola Baranabase le Paulosi ba utlwa hoo, ba hahola diaparo tsa bona, ba ikakgela hara letshwele, ba howa, ba re: “Banna, le etsetsang jwalo? Le rona re batho jwaloka lona. Re le bolella molaetsa o molemo, e le hore le furalle mafeela ana, le sokolohele ho Modimo ya phelang, ya entseng lehodimo, le lefatshe, le lewatle, le dintho tsohle tse ho tsona. Melokong e fetileng o ile a tlohella ditjhaba tsohle ho latela mekgwa ya tsona. Leha ho le jwalo, ha a a ka a lesa ho ipaka ka ho etsa tse molemo, ka ho le fa pula e tswang lehodimong le kotulo ka nako ya yona, ho le kgorisa, le ho nyakalatsa dipelo tsa lona.” Leha ba buile jwalo, ya eba bothata ho thibela matshwele ho ba etsetsa sehlabelo. Yaba ho fihla Bajuda, ba etswa Antiokia le Ikonione, mme hoba ba kgodise matshwele, ba tlepetsa Paulosi ka majwe, ba mo hulanyetsa kantle ho motse, ba hloma eka o shwele. Yare ha barutuwa ba sa ntsane ba mmokanetse, a ema, a kena motseng. Ka la hosasane a tloha le Baranabase, ba ya Derebe. Hoba ba bolelle motse wa Derebe molaetsa o molemo, mme ba sokolle ba bangata hore e be barutuwa, ba boela Lesitera le Ikonione le Antiokia. Ba matlafatsa dipelo tsa barutuwa, ba ba kgothaletsa ho tiisetsa tumelong, ba re: “Eka kgona re kene Mmusong wa Modimo ka ho feta hara matshwenyeho a mangata.” Ha ba se ba ba kgethetse baholo kerekeng e nngwe le e nngwe, ba rapela, ba itima dijo, mme ba ba bea matsohong a Morena eo ba dumetseng ho yena. Hoba ba fete le Pisidia, ba fihla Pamfilea. Ha ba se ba boletse lentswe la Modimo Perege, ba theohela Ataleya. Ba tloha teng ka sekepe, ba tshelela Antiokia, e leng moo ba neng ba ile ba bewa kalosong ya mohau wa Modimo ka baka la mosebetsi oo jwale ba o phethileng. Ha ba fihla, ba phutha kereke, ba beha tsohle tseo Modimo a di entseng ka bona, le hore o buletse baditjhaba monyako wa tumelo. Jwale ba dula nako e telele le barutuwa. Batho ba bang ba neng ba theoha Judea ba ne ba ruta badumedi, ba re: “Ha le sa bolotswe ka moetlo wa Moshe, le ke ke la pholoswa.” Hoba Paulosi le Baranabase ba be le phapang le kgang e kgolo le bona, ha rerwa hore Paulosi le Baranabase le ba bang ba bona ba nyolohele Jerusalema ho baapostola le baholo ka taba ena. Ba neng ba romilwe ke kereke ba feta Fenisia le Samaria, ba ntse ba bolela tsa tshokoloho ya baditjhaba, mme ba thabisa badumedi bohle haholo. Ha ba fihlile Jerusalema, ba amohelwa ke kereke le baapostola le baholo, mme ba beha tsohle tseo Modimo a ileng a di etsa ka bona. Empa ba bang ba mokga wa Bafarisi, ba dumetseng, ba ema, ba re: “Eka kgona ba bolotswe, mme ba laelwe ho boloka Molao wa Moshe.” Jwale baapostola le baholo ba kopana ho hlahlobisana taba ena. Kamora kgang e kgolo, Petrose a ema, a re ho bona: “Bana beso, le a tseba hore e se e le nako Modimo a nkgethile hara lona hore ka molomo wa ka baditjhaba ba utlwe lentswe la molaetsa o molemo, mme ba dumele. Modimo ya tsebang dipelo tsa batho o ile a ba ananela ka ho ba nea Moya o Halalelang jwaloka rona. Ha a a ka a kgetholla pakeng tsa rona le bona, o hlwekisitse dipelo tsa bona hobane ba ile ba dumela. Jwale ekaba le lekelang Modimo ka ho jarisa barutuwa joko eo rona le bo-ntata rona re sitilweng ho e jara? Empa re dumela hore ke ka mohau wa Morena Jesu re pholoswang jwaloka bona.” Jwale phutheho yohle ya kgutsa, mme ya mamela Baranabase le Paulosi ha ba bolela mehlolo le dimakatso tsohle tseo Modimo a ileng a di etsa ka bona hara baditjhaba. Yare hoba ba kgutse, Jakobo a bua, a re: “Bana beso, mmameleng! Simone o boletse kamoo Modimo a qadileng kateng ho bontsha paballo ya hae ho baditjhaba ka ho ikgethela setjhaba hara bona. Mantswe a baporofeta a bile a dumellana le taba ena, jwalokaha ho ngotswe, ho thwe: “ Kamora tsena ke tla kgutla, mme ke tla tsosa ntlo ya Davida e weleng; dithako tsa yona ke tla di tsosa, ke boele ke di emise hape, hore batho bohle ba tle ba batle Morena, esita le baditjhaba bohle ba reng ka nna, “ho rialo Morena ya etsang tsena, tse tsebilweng ho tloha mehleng ya boholoholo. “Ka baka leo, nna ke hopola hore eka kgona ho se ke ha kgathatswa ba sokolohelang ho Modimo ba etswa ho baditjhaba. Ba mpe ba ngollwe hore ba ile tse silafaditsweng ke medimo ya bohata, le bohlola, le dintho tse fenethilweng, le madi, hobane ho tloha melokong ya kgalekgale, ho bile le ba rutang tsa Moshe motseng o mong le o mong, di balwa matlung a thapelo ka Sabatha se seng le se seng.” Yaba baapostola le baholo le kereke yohle ba rera ho roma banna ba kgethilweng hara bona ho ya Antiokia le Paulosi le Baranabase: e leng Juda ya bitswang Baranabase le Silase, banna ba baetapele hara badumedi. Ba ba neeletsa lengolo le reng: “Baapostola le baholo, e leng bana babo lona, ba dumedisa badumedi ba leng Antiokia le Siria le Silesia, ba tswang ho baditjhaba. Re utlwile hore ba bang ba rona, ba neng ba sa laelwa ke rona, ba ile ba le tshwenya ka dipolelo, ba ferekanya maikutlo a lona. Kahona re rerile ka moya o le mong ho roma ho lona banna ba kgethilweng, ba ena le baratuwa ba rona Baranabase le Paulosi, e leng banna ba tetseng bophelo ba bona ka baka la Morena wa rona Jesu Kreste. Ka baka leo, re romile Juda le Silase, mme ba tla le tsebisa ditaba tseo ka molomo. Ho rerile Moya o Halalelang le rona hore re se ke ra le jarisa boima bo bong hape, haese tsena tse hlokahalang: ho ila tse hlabetsweng medimo ya bohata, le madi, le dintho tse fenethilweng, le bohlola. Ha le ila tsena, e tla ba le etsa hantle. Salang ka kgotso.” Yare hoba ba lokollwe, ba theohela Antiokia, ba bokella badumedi bohle, mme ba ba nea lengolo. Hoba ba le bale, ba thabela kgothatso ya lona. Juda le Silase, bao le bona e neng e le baporofeta, ba kgothatsa badumedi ka puo e telele, ba ba matlafatsa. Hoba ba hlole teng nakwana, badumedi ba ba lokolla ka kgotso, ho boela ho ba ba romileng. Leha ho le jwalo, Silase a itherela ho sala moo. Paulosi le Baranabase ba hlola Antiokia. Bona, le ba bang ba bangata, ba nna ba ruta, mme ba bolela molaetsa o molemo wa lentswe la Morena. Jwale, kamora matsatsinyana, Paulosi a re ho Baranabase: “A re boele re tjhakele badumedi motseng o mong le o mong oo re ileng ra phatlalatsa lentswe la Morena ho wona, re bone hore na ba phela jwang.” Jwale Baranabase o ne a lakatsa hore ba ye le Johanne ya bitswang Mareka, empa Paulosi a fumana ho sa lokele hore ba ye le enwa ya ileng a ikgula ho bona ha ba ne ba le Pamfilea, a se ke a ya le bona mosebetsing. Ha eba le phapang e kgolo hoo ba ileng ba arohana; Baranabase a nka Mareka, ba kena ka sekepeng ho tshelela Sipera. Yare hoba Paulosi a kgethe Silase, a tloha a beilwe kalosong ya mohau wa Morena ke badumedi. A feta le Siria le Silesia, a ntse a matlafatsa dikereke. Paulosi a fihla Derebe le Lesitera. Teng ho ne ho ena le morutuwa e mong ya bitswang Timothea, mmae e le mosadi wa Mojuda, wa modumedi, empa ntatae e le Mogerike. Timothea o ne a pakwa ke badumedi ba leng Lesitera le Ikonione. Paulosi a rata ho tsamaya le yena, yaba o mo nka a mmolotsa ka baka la Bajuda ba leng dibakeng tseo, hobane ba ne ba tseba bohle hore ntatae ke Mogerike. Ha ba ntse ba eya le metse, ba ne ba neela batho ba teng ditaelo tse beilweng ke baapostola le baholo ba leng Jerusalema, hore ba di boloke. Yaba dikereke di matlafatswa tumelong, mme tsa ngatafala ka letsatsi le leng le le leng. Ba haola naheng ya Firigia le Galatia, kaha Moya o Halalelang o no ba hanetse ho bolela lentswe la Modimo Asia. Yare ha ba fihla pela Misia, ba leka ho kena Bithinia, empa Moya wa Jesu wa se ke wa ba dumella. Yaba ba feta Misia, ba theohela Terowase. Paulosi a hlahelwa ke pono bosiu. A bona monna e mong wa Masedonia a eme pela hae, a mo rapela, a re: “Ako tshelele Masedonia, o re thuse!” Yare hoba a bone pono eo, hanghang ra batla ho ya Masedonia, re kgodisehile hore Modimo o re bitseditse ho ya bolela molaetsa o molemo teng. Yare hoba re tlohe Terowase ka sekepe, ra toba Samotherake; ka le hlahlamang ra ya Neapolese. Ho tloha moo ra ya Filipi, e leng motse wa sehlooho wa karolo eo ya Masedonia, o buswang ke Roma. Ra qeta matsatsinyana motseng oo. Ka tsatsi la Sabatha ra tswela kantle ho kgoro ya motse e pela noka, moo re neng re lekanya hore ho rapellwa teng. Hoba re dule, ra bua le basadi ba phuthehileng. Mosadi e mong wa motse wa Thiatira, ya bitswang Lidia, ya rekisang masela a perese, ya tshabang Modimo, a mamela, mme Morena a bula pelo ya hae hore a ele hloko tse bolelwang ke Paulosi. Ha a se a kolobeditswe le ba lelapa la hae, a re rapela, a re: “Haeba le kgotsofetse hore ke dumetse ho Morena, kenang ka tlung ya ka, le hlole teng.” A re qophella. Yare ha re ntse re eya thapelong, ha etsahala hore re kgahlanyetswe ke lekgabunyane le nang le moya wa bonohe, le neng le fumantsha beng ba lona leruo le lengata ka bonohe ba lona. La re latela re ena le Paulosi, la howa, la re: “Batho bana ke bahlanka ba Modimo ya hodimodimo, ba le phatlalletsang tsela ya pholoho!” La etsa hona ka matsatsi a mangata. Empa Paulosi ha a se a tenehile, a reteleha, a re ho moya oo: “Ke o laela ka lebitso la Jesu Kreste hore o tswe ho yena!” Wa tswa ka yona nako eo. Yare ha beng ba lona ba bona hore tshepo ya bona ya ho rua e fedile, ba tshwara Paulosi le Silase, ba ba hulanyetsa lebaleng la motse, ho babusi. Ba ba isa ho baahlodi, ba re: “Batho bana, ere e le Bajuda, ba ferekanya motse wa rona! Ba ruta meetlo eo rona re le Baroma, re sa dumellweng ho e amohela, leha e le ho e phetha.” Letshwele la kopana, la ba tsohela matla, baahlodi ba ba tabolela diaparo, mme ba laela hore ba shapuwe. Ha ba se ba ba ntshitse metopa e mengata, ba ba hlahlela tjhankaneng, ba laela molebedi ho ba lebela ka thata. Yena ha a fumane taelo e jwalo, a ba hlahlela kaharehare ho tjhankana, a tlamella maoto a bona pakeng tsa dikoqo. Ka seroko, Paulosi le Silase ba rapela, ba tlotlisa Modimo ka difela, mme batshwaruwa ba ba mamela. Hanghang ha eba le tshisinyeho e kgolo ya lefatshe, hoo metheo ya tjhankana e bileng ya reketla, mme ka ho panya ha ntshi menyako yohle ya buleha, mahlaahlela a bohle a lokoloha. Yare ha molebedi wa tjhankana a phaphama, mme a bona menyako ya tjhankana e butswe, a tsomula sabole ya hae, a re o a ipolaya, ka ho lekanya hore batshwaruwa ba phonyohile. Empa Paulosi a mo howeletsa ka lentswe le phahameng, a re: “Se intshe kotsi, hobane re teng bohle!” Molebedi a re a tlisetswe mabone; a itahlela ka tjhankaneng a ntse a thothomela, a itihela kapele ho Paulosi le Silase. A ba isa kantle, a re: “Benghadi, eka kgona ke etse eng hore ke tle ke pholoswe?” Ba re: “Dumela ho Morena Jesu, mme wena le ba lelapa la hao le tla pholoswa.” Ba mmolella lentswe la Morena le bohle ba lelapa la hae. A ba nka ka yona nako eo ya bosiu, a thoba metopa ya bona, a ba a kolobetswa kapelepele le bohle ba lelapa la hae. A ba isa tlung ha hae, a ba fepa, a nyakalla le ba lelapa la hae bohle, kahobane ba dumetse ho Modimo. Ha bo esa, baahlodi ba roma mapolesa, ba re: “Lokollang batho bano.” Jwale molebedi wa tjhankana a tsebisa Paulosi taba ena, a re: “Baahlodi ba laetse hore le lokollwe; ka baka leo tswang, le ye ka kgotso.” Empa Paulosi a arabela ka ho re: “Re Baroma, empa re shapilwe pontsheng re sa ka ra ahlolwa, ra hlahlelwa tjhankaneng; jwale ba se ba re lokolla ka lekunutu? Tjhe, le ho ka! A ho tle bona, ba re ntshe!” Mapolesa a tsebisa baahlodi mantswe ana. Ba tshoha ha ba utlwa hore ke Baroma. Ba tla, ba inyatsa, ba ba ntsha tjhankaneng, ba nto ba kopa hore ba tlohe motseng. Ha ba etswa tjhankaneng ba kena ha Lidia, ba bona badumedi, ba ba kgothatsa, ba nto tsamaya. Ha ba fetile Amfipolese le Apolonia, ba fihla Thesalonika, moo ho neng ho ena le ntlo ya thapelo ya Bajuda. Ho ya ka tlwaelo ya hae, Paulosi a kena ho bona, mme ka Disabatha tse tharo a buisana le bona ka tsa Mangolo. A ba hlalosetsa le ho ba bontsha hore ho ne ho tshwanetse hore Mesia a hlokofatswe, mme a tsohe bafung, le hore “Jesu enwa, eo ke le tsebisang yena, ke Mesia.” Ba bang ba bona ba dumela, mme ba sebedisana le Paulosi le Silase, le bongata bo boholo ba Bagerike ba kgumamelang Modimo, le basadi ba bangata ba ka sehloohong. Empa Bajuda ba eba mona, ba phutha banna ba bang ba kgopo, ba lebaleng la motse, ba ya le bona, ba tsosa moferefere motseng; ba futuhela ntlo ya Jasone, ba batla Paulosi le Silase ho ba tlisa kapela pitso ya setjhaba. Ha ba sa ba fumane, ba hulanyetsa Jasone le badumedi ba bang kapela bo-ramotse, ba ntse ba howa, ba re: “Banna bana ba ferekantseng dibaka tsohle, le mona ba tlile, mme Jasone o ba amohetse. Batho bana bohle ba etsa se lwantshanang le ditaelo tsa Sesare, ba re ho na le kgosi e nngwe, e leng Jesu!” Ba ferekanya letshwele le bo-ramotse ba utlwang ditaba tsena, mme yare hoba Jasone le ba bang ba lefe tjhelete ya tebeletso, ba ba lokolla. Hanghang badumedi ba thobisetsa Paulosi le Silase Berea, bosiu. Hoba ba fihle teng, ba kena ka tlung ya thapelo ya Bajuda. Bao ba ne ba ena le maikutlo a matle ho feta ba Thesalonika, ba amohela lentswe la Modimo ka thahasello yohle, ba fuputsa Mangolong ka letsatsi le leng le le leng ho bona hore na ditaba tseo di jwalo. Ka baka leo, ba bangata ba bona ba dumela, le basadi ba hlomphehang ba Bagerike, le banna ba bangata. Empa Bajuda ba Thesalonika ha ba utlwa hore Paulosi o boletse lentswe la Modimo le Berea, le teng ba ya, ba tsosa moferefere, ba ferekanya matshwele. Yaba hanghang badumedi ba balehisetsa Paulosi lewatleng, empa Silase le Timothea ba sala moo. Batho ba feleheditseng Paulosi ba mo fihlisa Athene, mme hoba ba newe taelo e yang ho Silase le Timothea, e reng bao ba tle ho Paulosi kapelepele, ba kgutla. Paulosi ha a ntse a emetse Silase le Timothea, Athene, a fela pelo ha a bona hore motseng ho tletse ditshwantsho tsa medimo ya bohata. Kahoo ka tsatsi le leng le le leng a buisana le Bajuda ba tshabang Modimo ka tlung ya thapelo, le ba ka tshohang ba eba teng lebaleng la motse. Jwale bahlalefi ba bang ba Baepikure le ba Basetoike ba ngangisana le yena, mme ba bang ba re: “Ekaba moberaberi eo o rata ho reng?” Ba bang bona ba re: “E ka ka ke mmuelli wa medimo esele,” hobane o ne a bolela molaetsa o molemo wa Jesu le wa tsoho ya bafu. Ba mo nka, ba mo isa lekgotleng la Areopagose, ba re: “Na re ka tseba hore na thuto ee e ntjha eo o e bolelang ke efe? O re tlisetsa ditaba ding, tse re hlohlontshang ditsebe? Ka baka leo, re rata ho tseba hore na ekaba tsena di bolela eng.” Baathene bohle le bajaki ba melata ba ne ba sa etse letho, haese ho bolela kapa ho utlwa ho hong ho hotjha. Jwale Paulosi a ema hara lekgotla la Areopagose, a re: “Banna ba Athene, ke hlokomela hore ka mekgwa yohle le hlompha medimo ya lona haholo. Ha ke ntse ke itsamaela, mme ke hlahloba moo le rapellang teng, ke ile ka fumana le aletare eo ho ngotsweng ho yona: ho modimo ya sa tsejweng. Sena seo le se rapelang le sa se tsebe, ke le tsebisa sona. “Modimo ya entseng lefatshe le tsohle tse ho lona, eo e leng Morena wa lehodimo le wa lefatshe, ha a dule ditempeleng tse hahilweng ka matsoho. Hape ha a hloke ho sebeletswa ka matsoho a batho, jwaloka hoja a hloka ho hong, hobane ke yena ya neang bohle bophelo, moya le dintho tsohle. O entse ditjhaba tsohle ka madi a motho a le mong, hore di ahe lefatsheng lohle; a di beela dinako e sa le pele, le meedi ya boaho ba tsona, e le hore di batle Modimo, haeba di ka mo phopholetsa, tsa mo fumana, le hoja ruri a se hole le e mong le e mong wa rona. “Re phela ka yena, re tsamaya ka yena, re teng ka yena, jwalokaha le baroki ba bang ba lona ba itse: “ Hobane re bile re bana ba hae. “Kaha re le bana ba Modimo, ha re a tshwanela ho hopola hore bomodimo bo tshwana le kgauta, silefera kapa lejwe le betlilweng ka tsebo le ka bohlale ba motho. Modimo o itebaditse dinako tsa ho se tsebe ha batho, empa jwale o laela hore kahohle batho bohle ba bake, hobane o beile letsatsi leo ka lona a tla ahlola lefatshe ka toka, ka monna eo a mo kgethileng, mme o neetse bohle bopaki ka ho mo tsosa bafung.” Yare ha ba utlwa tsa tsoho ya bafu, ba bang ba soma, ba bang ba re: “Re sa tla o utlwa hape ka taba ena.” Yaba Paulosi o tloha hara bona. Empa banna ba bang ba mo kgomarela, ba dumela. Hara bona ho ne ho ena le Dionisiose, setho sa lekgotla la Areopagose, le mosadi ya bitswang Damarise, ba ena le ba bang. Kamora tsena, Paulosi a tloha Athene, a ya Korinthe. Teng a fumana Mojuda e mong ya bitswang Akulase, ya tswaletsweng Ponto, ya neng a sa tswa fihla, a etswa Italia le mosadi wa hae Prisilla, hobane Tlelaudiose o ne a laetse hore Bajuda bohle ba tlohe Roma. Paulosi a ya ho bona, mme kaha e ne e le batho ba mosebetsi o le mong, a hlola le bona, mme ba sebetsa mmoho. Mosebetsi wa bona e ne e le wa ho etsa ditente. A buisana le batho ka tlung ya thapelo ka Sabatha se seng le se seng, a leka ho kgodisa Bajuda le Bagerike. Yare ha Silase le Timothea ba fihla ba etswa Masedonia, Paulosi a hapeha ke lentswe la Modimo ka ho tlala, a paka ho Bajuda hore Jesu ke Mesia. Empa yare ha ba mo hanyetsa, ba mo nyefola, a hlohlora diaparo tsa hae, a re ho bona: “Madi a lona a be hodima dihlooho tsa lona; nna ha ke na molato. Ho tloha jwale ke tla ya ho baditjhaba.” Yaba o tloha teng, o ya ha motho ya bitswang Tite Jusetose, ya hlomphang Modimo, eo ntlo ya hae e neng e bapile le ntlo ya thapelo. Jwale Kerisepose, mookamedi wa ntlo ya thapelo, a dumela ho Morena, yena le lelapa la hae lohle. Le ba bangata ba Bakorinthe ha ba utlwa, ba dumela, mme ba kolobetswa. Jwale Morena a bua le Paulosi ka pono, bosiu, a re: “O se ke wa tshaba, empa o nne o bue, o se ke wa kgutsa. Ke na le wena, mme ha ho ya tla o lwantsha, le ho o etsa hampe, hobane ke na le batho ba bangata motseng ona.” A dula moo selemo le kgwedi tse tsheletseng a ntsa ruta lentswe la Modimo hara bona. Ha Galeo e le mmusisi wa Akaya, Bajuda ba tsohela Paulosi matla ka maikutlo a le mang, mme ba mo isa kgotla, ba re: “Monna enwa o kgothaletsa batho hore ba hlomphe Modimo ka mokgwa o hananang le Molao.” Yare ha Paulosi a re o tla bua, Galeo a re ho Bajuda: “Bajuda ting, haeba ho ne ho hlile ho ena le molato o itseng kapa bolotsana bo bobe, ho ka be ho lokela hore ke le mamelle, empa haeba ke kgang ya mantswe, ya mabitso le ya Molao wa lona, le ka bona e le lona; ha nka ke ka ba moahlodi wa tsena.” Yaba o ba leleka kgotla. Jwale bohle ba tshwara Sosethenese, mookamedi wa ntlo ya thapelo, ba mo teteka kapela lekgotla, empa Galeo a se ke a tsotella letho la ditaba tsena. Paulosi ha a se a hlotse Korinthe matsatsi a mangata, a dumedisa badumedi, a kena ka sekepeng ho tshelela Siria, a ena le Prisilla le Akulase. Ha a le Kenkeria a ikuta lekorana, hobane o ne a entse kano. Jwale ba theohela Efese, moo a ileng a ba siya teng. Empa yena a kena ka tlung ya thapelo, mme a buisana le Bajuda. Bona ba mo kopa hore a hlole nako e teletsana, empa a se ke a dumela, a mpa a ba dumedisa, a re: “Ke tla boela ho lona ha Modimo a rata.” A tloha Efese ka sekepe. Ha a fihla Sesaria, a nyolohela Jerusalema ho ya dumedisa kereke, a nto theohela Antiokia. Hoba a hlole teng nako e itseng a tloha, a tsamaya hohle naheng ya Galatia le Firigia ka ho latelana, a ntse a matlafatsa barutuwa bohle. Moo Efese ha fihla Mojuda e mong ya bitswang Apolosi, ya tswaletsweng Alekesanderia, e le monna wa kgeleke, ya neng a hlalefetse Mangolo ka ho tlala. O ne a rutilwe Tsela ya Morena. A bua ka ho tjheseha moyeng, a ruta ditaba tse amanang le Jesu ka hloko, le hoja a ne a tseba kolobetso ya Johanne feela. A qala ho bua ka sebete ka tlung ya thapelo, mme ha Prisilla le Akulase ba mo utlwile ba mo isa ha bona, ba mo hlalosetsa Tsela ya Modimo ka hloko e fetang. Yare ha a rera ho ya Akaya, badumedi ba mo kgothaletsa, mme ba ngolla barutuwa hore ba mo amohele. Ha a se a fihlile, a ba le thuso e kgolo ho bao e bileng badumedi ka mohau wa Modimo, hobane o ne a hlola Bajuda pontsheng, ka matla a maholo, a supa ka Mangolo hore Jesu ke Mesia. Ha Apolosi a ntse a le Korinthe, Paulosi yena a tsamaya hodima dihlaba, a ya fihla Efese, mme a fumana barutuwa ba bang hona teng. A re ho bona: “Na le ne le amohele Moya o Halalelang mohla le dumelang na?” Ba araba, ba re: “Ha re eso ka re utlwa hore ho na le Moya o Halalelang.” A re: “Ha ho le jwalo le kolobeditswe ka kolobetso efe?” Ba re: “Ka kolobetso ya Johanne.” Yaba Paulosi o re: “Johanne o ile a kolobetsa ka kolobetsa ya pako, a ntse a bolella batho hore ba dumele ho ya tlang kamorao ho yena, e leng ho Jesu.” Ha ba utlwa hona, ba kolobetswa ka lebitso la Jesu. Ha Paulosi a ba bea matsoho, Moya o Halalelang wa theohela hodima bona, ba bua dipuopuo, mme ba porofeta. Banna bao kaofela ba ne ba ka ba leshome le metso e mmedi. Ka dikgwedi tse tharo Paulosi a nna a kena ka tlung ya thapelo ya Bajuda. A bua ka sebete, a arabisana le bona, mme a ba kgodisa ka tsa Mmuso wa Modimo. Empa ha ba bang ba ithatafatsa dipelo, ba hana ho dumela, mme ba bua hampe ka Tsela ya Morena kapele ho badumedi bohle, a tloha ho bona a tsamaya le barutuwa ba hae. A buisana le batho ka tsatsi le leng le le leng sekolong sa Tiranose. Hona ha etsahala ka lemo tse pedi, hoo bohle ba ahileng Asia, Bajuda le Bagerike, ba ileng ba utlwa lentswe la Morena. Modimo a etsa diketso tse matla, tse sa tlwaelehang, ka matsoho a Paulosi, hoo ha dituku kapa diforesekoto tse amileng mmele wa hae di ne di bewa hodima bakudi, malwetse a ne a ye a fole, le meya e mebe e tswe ho bona. Bajuda ba bang ba baleleri, ba lelekang meya e mebe, le bona ba leka ho bitsa lebitso la Morena Jesu hodima ba nang le meya e mebe, ba re: “Ke le laela ka lebitso la Jesu ya bolelwang ke Paulosi.” Ba etsang hona e ne e le bara ba supileng ba Moprista e Moholo wa Mojuda ya bitswang Sekefa. Empa moya o mobe wa araba, wa re ho bona: “Jesu ke a mo tseba, esita le yena Paulosi ke a mo tseba, empa lona le bo-mang?” Yaba monna ya nang le moya o mobe o a ba tlolella, mme a ba hlola bohle ka matla, ba ba ba baleha tlung eo ba tsotse, ba le maqeba. Bohle ba phelang Efese, Bajuda le Bagerike, ha ba utlwa taba ena, kaofela ba tshoha, mme lebitso la Morena Jesu la tumiswa. Ba bangata ba badumedi ba tla, ba bolela diketso tsa bona tsa boloi pepeneneng. Ba bangata ba neng ba loya ba bokella dibuka, ba di tjhesa pontsheng ya bohle. Ha ba kopanya theko ya dibuka, ba fumana e le dikete tse mashome a mahlano tsa silefera. Ka mokgwa oo lentswe la Morena la ata, mme la matlafala. Hoba tsena di phethahale, Paulosi a rera ka pelong ya hae ho feta Masedonia le Akaya ho ya Jerusalema, a re: “Ha ke se ke fihlile teng, eka kgona ke etele le Roma.” Kahoo a roma batlatsi ba hae ba babedi, e leng Timothea le Erasetose, ho ya Masedonia; yena a ka a sala Asia nakwana. Ka nako eo ha tsoha moferefere o moholo Efese ka baka la Tsela ya Morena. Monna e mong wa setei sa silefera, ya bitswang Demetriose, o ne a etsa ditempelana tsa Aretemise ka silefera, mme a fumantsha basebetsi mouno o mongata. A ba phutha mmoho le basebetsi ba tse jwalo, a re: “Banna, le a tseba hore katleho ya rona e tswa kgwebong ena. Le a bona, mme le a utlwa hore Paulosi enwa o re medimo e entsweng ke batho hase medimo, mme o kgelositse letshwelehadi, e seng mona Efese feela, empa e batla e le Asia yohle. Hase kgwebo ena ya rona feela e kotsing ya ho nyediseha, empa le yona tempele ya mofumahadi Aretemise, modimo o moholo, e lekgatheng la ho tadingwa e le lefeela, le boholo ba hae bo nyenyefatswe, yena eo naha yohle ya Asia le lefatshe lohle le mo hlomphang.” Ha ba utlwa tsena, ba halefa haholo, ba howa, ba re: “O moholo Aretemise wa Baefese!” Motse wa tlala pherekano, mme batho ba phallela lebaleng la dipapadi mmoho, ba tshwere banna ba babedi, Gaiose le Arisetarekose, ba tswang Masedonia, ba neng ba feleheditse Paulosi leetong. Yare ha Paulosi a rata ho kena mokgoping oo, barutuwa ba mo hanela. Ba bang ba ka sehloohong pusong ya Asia, bao e neng e le metswalle ya hae, le bona ba mo romela molaetsa, ba mo rapela hore a se ke a ya itlhahisa lebaleng la dipapadi. Jwale ba bang ba howa dintho tse fapaneng, hobane phutheho e ne e ferekane, mme bongata bo sa tsebe hore na bo phuthehetseng. Ba bang ba letshwele ba re Alekesandere a bue, ha Bajuda ba ntse ba mo sutumeletsa kapele. Alekesandere a phoka ka letsoho, a rata ho ikarabella ho letshwele. Empa ha ba lemoha hore ke Mojuda, bohle ba howa ka ntswe le le leng, dihora tse ka bang pedi, ba re: “O moholo Aretemise wa Baefese!” Yare hoba mongodi wa motse a kgutsise letshwele, a re: “Banna ba Efese, ekaba ke motho ofe ya sa tsebeng kamoo motse wa Efese e leng mmaballi wa tempele ya mofumahadi Aretemise e moholo, le wa setshwantsho se weleng lehodimong kateng? Ha ho ya ka hanyetsang tsena; ka baka leo, eka kgona le kgutse, le se ke la etsa letho ka potlako. Le tlisitse banna bana, bao e seng mashodu a tse ka tempeleng, kapa banyefodi ba modimo wa rona. Haeba Demetriose le basebetsi bao a nang le bona ba na le hoo ba ka qosang motho ka hona, lekgotla le butswe, mme ho na le baahlodi; a ba ke ba qosane teng. Empa haeba le batla ho hong hape, hoo ho ka hlahlojwa pitsong ya molao. Etswe re kotsing ya ho qoswa ka moferefere wa kajeno, le hoja ho se seo re ka se arabelang lereberebeng lena.” Hoba a rialo, a qhala mokgopi. Ha moferefere o kgaoditse, Paulosi a bitsa barutuwa, a ba kgothatsa, a ba dumedisa, yaba o ya Masedonia. Yare ha a fetile dibakeng tseo, mme a kgothaditse batho ba teng ka puo e telele, a ya Gerike. A hlola teng dikgwedi tse tharo. Ha a se a tla tshelela Siria ka sekepe, Bajuda ba mo lalla, mme a rera ho kgutla ka la Masedonia. A felehetswa ke Sopaterose, mora wa Purose wa Berea, Arisetarekose le Sekundose ba Thesalonika, Gaiose wa Derebe, le Timothea, Tikikose le Terofimose ba Asia. Ba re etella pele, ba ya re emela Terowase. Hoba ho fete matsatsi a mokete wa bohobe bo sa lomoswang, ra kena ka sekepeng, ra tloha Filipi, mme kamora matsatsi a mahlano ra fihla ho bona, Terowase; teng ra hlola matsatsi a supileng. Yare ka tsatsi le qalang beke, ha re phuthehile ho ngwatha bohobe, Paulosi a buisana le ba phuthehileng. Kaha a ne a ikemiseditse ho tloha ka le hlahlamang, a bua ho fihlela e eba seroko. Ho ne ho ena le mabone a mangata ka kamoreng e kahodimo, moo re neng re phuthehetse teng. Yaba mohlankana e mong ya bitswang Eutukose, ya neng a dutse fesetereng, o ya le sephume sa boroko ha Paulosi a ntse a buisana le bona nako e telele. A hlolwa ke boroko, a wela fatshe a le mokatong wa boraro wa ntlo e kahodimo, mme a nkwa a se a shwele. Paulosi a theoha, a itihela hodima hae, a mo hlasinya, a re: “Le se ke la tshoha, hobane o ntse a phela.” A nyolohela kahodimo hape, mme a ngwatha bohobe, a ja, a nna a bua halelele ho fihlela bo esa, a nto itsamaela. Ba tlisa mohlankana a phela, mme ba tshediseha haholo. Rona ra ba etella pele ka sekepe, ra tshelela Asose, moo re neng re ikemiseditse ho palamisa Paulosi teng, hobane o ne a lokisitse jwalo hore yena o tla ya ka maoto. Ha a teana le rona Asose, ra mo palamisa, ra ya fihla Mitulene. Ra tloha teng ka sekepe, mme ka la hosasane ra feta pela Kiose. Ka le hlahlamang ra tshelela Samose, yare ho esa ra fihla Mileta. Paulosi o ne a rerile ho feta feela Efese, hore a tle a se ke a dieha Asia, hobane o ne a itlhahaneletse ho ba Jerusalema ka letsatsi la Pentekonta, ha ho ka etsahala. Jwale ha a le Mileta, a romela Efese ho bitsa baholo ba kereke. Ha ba fihla ho yena, a re ho bona: “Le a tseba kamoo ke phetseng le lona kateng ka nako yohle, ho tloha ka tsatsi la pele leo ka lona ke qadileng ho bea leoto lefatsheng la Asia, ke sebeletsa Morena ka boikokobetso bohle le ka meokgo, le hara meleko e ileng ya ntlhahela ka baka la maraba a Bajuda. Le a tseba kamoo ke sa kang ka le patela letho le molemo kateng, ha ke ntse ke bolela, mme ke ruta kapele ho setjhaba le malapeng a lona, ke ntse ke qophella Bajuda le Bagerike ho sokolohela ho Modimo le ho dumela ho Morena wa rona Jesu. “Jwale bonang, ke ya Jerusalema ke susumetswa ke Moya, ke sa tsebe tse tla ntlhahela teng, haese hore Moya o Halalelang o ntemosa hore motseng o mong le o mong, ditlamo le matshwenyeho di nkemetse. Empa ha ke re letho ka bophelo ba ka, ha feela nka phetha mosebetsi wa ka, le tshebeletso eo ke neng ke e amohele ho Morena Jesu, ya ho paka tsa molaetsa o molemo wa mohau wa Modimo. “Jwale bonang, ke a tseba hore lona bohle bao ke tsamaileng hara lona ke ntse ke phatlalatsa tsa Mmuso, ha le sa tla bona sefahleho sa ka hape. Ka baka leo, ke etsa bopaki ho lona ka tsatsi lena, hore ha ke na molato mading a lona bohle, hobane ha ke a ka ka tshaba letho, ke le phatlalleditse thato yohle ya Modimo. Itlhokomeleng, le hlokomele le mohlape wohle, oo Moya o Halalelang o le beileng balebedi ba wona, hore le alose kereke ya Modimo, eo a iphumanetseng yona ka madi a Mora wa hae. Ke a tseba hore, ha ke se ke tlohile, diphiri tse sehloho di tla kena hara lona, mme di ke ke tsa qenehela mohlape. Esita le ho lona ka sebele ho tla hlaha banna ba tla sotha nnete, ho kgelosa barutuwa hore ba ba sale morao. Ka baka leo, fadimehang, le nne le hopole hore, ka lemo tse tharo, ha ke a ka ka phetsa ho eletsa e mong le e mong ka meokgo motsheare le bosiu. “Jwale ke le bea matsohong a Modimo le mohaung wa lentswe la hae le ka le hodisang, la le nea lefa hara bohle ba halaleditsweng. Ha ke a ka ka tswela silefera pelo, kapa kgauta, kapa diaparo tsa motho. Le lona le a tseba hore matsoho ana a ile a sebeletsa seo nna, le bao ke neng ke ena le bona, re neng re se hloka. Ke le bontshitse dinthong tsohle hore, ka ho sebetsa jwalo ka thata eka kgona le thuse mafutsana le ho hopola mantswe a Morena Jesu, kamoo yena a neng a re: Ho fana ke lehlohonolo le fetang ho fuwa! ” Hoba a bolele tsena, a kgumama, a rapela le bona bohle. Ha eba le seboko se seholo ho bohle, ba kopa Paulosi ka molala, mme ba mo aka. Se ileng sa ba utlwisa bohloko haholo ke polelo eo a ileng a e bolela, ya hore ha ba sa tla hlola ba bona sefahleho sa hae hape. Yaba ba mo felehetsa ho mo isa sekepeng. Ha re se re kgaohane le bona, ra kena ka sekepeng, ra toba Kose; ka letsatsi le hlahlamang ra fihla Rodose, mme ha re tloha moo, ra ya Patara. Ra fumana sekepe se tshelelang Fenisia, ra kena ka ho sona, mme ra tloha. Yare hoba re hlahele Sipera, mme re e nee letsoho le letshehadi, ra tshelela Siria ka sekepe, ra emisa Tire, hobane sekepe se ne se tshwanetse ho laolla thoto teng. Ra fumana barutuwa, mme ra hlola moo matsatsi a supileng. Ka tshusumetso ya Moya ba bolella Paulosi hore a se ke a nyolohela Jerusalema. Ha re qetile matsatsi ao, ra tloha, ra tswela pele, bohle ba re felehetsa, ka basadi le ka bana, ho fihlela kantle ho motse. Ra kgumama lebopong la lewatle, ra rapela; ra dumedisana, mme ra kena ka sekepeng, ha bona ba kgutlela mahabona. Hoba re qete leeto la rona ho tloha Tire, ra fihla Potolemaise, mme teng ra dumedisa badumedi, ra hlola le bona tsatsi le le leng. Ka la hosasane ra tloha, mme ra fihla Sesaria. Ra kena ha mmoledi Filipi, e mong wa ba supileng ba neng ba kgethwe Jerusalema, ra hlola le yena. Monna enwa o ne a ena le baradi ba bane, ba barwetsana, ba neng ba porofeta. Ha re hlotse teng matsatsi a mangata, ha fihla moporofeta e mong ya tswang Judea, ya bitswang Agabuse. A tla ho rona, a nka leqhama la Paulosi, a itlama maoto le matsoho ka lona, a re: “Moya o Halalelang o bolela tsena: Bajuda ba tla tlama monga leqhama lena, tjena, kwana Jerusalema, ba neelane ka yena matsohong a baditjhaba. ” Yare ha re utlwa hona, rona le ba sebaka seo ra rapela Paulosi hore a se ke a nyolohela Jerusalema. Empa Paulosi a araba, a re: “Le etsang ha le lla tjee, le utlwisa pelo ya ka bohloko? Nna ha ke a itokisetsa ho tlangwa feela, empa le hona ho shwela Jerusalema ka baka la lebitso la Morena Jesu.” Yare ha a hana ho rapeleha, ra ineela, ra re: “A ho etswe thato ya Morena!” Kamora matsatsi ao, ha re se re itokisitse, ra nyolohela Jerusalema. Ba bang ba barutuwa ba Sesaria ba ya le rona; ba re isa ha e mong ya bitswang Menasone wa Sipera, morutuwa wa kgale, eo re neng re ilo hlola le yena. Ha re fihla Jerusalema, badumedi ba re amohela ka thabo. Ka letsatsi le hlahlamang Paulosi a ya le rona ho Jakobo, mme baholo bohle ba ne ba le teng. Hoba a ba dumedise, a ba qaqisetsa ka ho tlala, ka tlhahlamano, tseo Modimo a di entseng ho baditjhaba ka bosebeletsi ba hae. Ha ba utlwa tsena, ba tlotlisa Modimo, ba re ho Paulosi: “O a bona, ngwaneso, hore ho na le diketekete tsa Bajuda ba dumetseng, mme bohle ba tjhesehela Molao. Ba boleletswe hore o ruta Bajuda bohle ba jakileng hara baditjhaba ho kwenehela Moshe. O re ba se ke ba bolotsa bana ba bona, leha e le ho tsamaya ka meetlo. Ha ho le jwalo, ho ka thweng? Ha ho pelaelo, ba tla utlwa hore o tlile. Ka lebaka leo, etsa seo re o bolellang sona: Re na le banna ba bane, ba ikanneng. Ba nke, o itlhwekise le bona, o ba lefelle hore ba beolwe dihlooho. Bohle ba tla tseba hore ha ho letho ditabeng tseo ba ileng ba di bolellwa ka wena, empa le wena o ntse o tsamaya o bolokile Molao. Ha e le baditjhaba ba dumetseng, re ile ra ba tsebisa ka lengolo qeto ya rona ya hore ba ile tse hlabetsweng medimo ya bohata, le madi, le dintho tse fenethilweng, le bohlola.” Yaba ka letsatsi le hlahlamang Paulosi o nka banna bao, mme hoba a itlhwekise le bona, a kena ka Tempeleng, a bolela letsatsi leo nako ya tlhwekiso e tla fela ka lona, ho nto hlahiswa nyehelo bakeng sa e mong le e mong wa bona. Ha matsatsi a supileng a se a ya fela, Bajuda ba tswang Asia, ha ba bona Paulosi ka Tempeleng, ba ferekanya letshwele lohle, ba mo tshwara. Ba howa, ba re: “Banna ba Iseraele, thusang! Monna enwa ke yena ya rutang batho bohle, kahohle, thuto e lwantshanang le setjhaba, Molao le Nqalo ena; ebile o kentse Bagerike ka Tempeleng, o silafaditse Nqalo ena e halalelang.” Ba ne ba ile ba bona pele ho moo Terofimose wa Efese a ena le Paulosi motseng, ba hopola eka Paulosi o ile a mo kenya ka Tempeleng. Motse wohle wa hlokoleha, batho ba phalla, ba tshwara Paulosi, ba mo hulela kantle ho Tempele, mme hanghang menyako ya kwalwa. Ha ba ntse ba leka ho mmolaya, molaodi wa lebotho la ba sekete a tsebiswa hore Jerusalema yohle e moferefereng. A nka bahlabani le balaodi ba ba lekgolo ka potlako, a phallela ho bona. Yare ha batho ba bona molaodi wa ba sekete le bahlabani, ba kgaotsa ho teteka Paulosi. Yaba molaodi wa ba sekete o a atamela, o tshwara Paulosi, o laela hore a tlangwe ka mahlaahlela a mabedi, a nto botsa hore na ke mang, mme o entseng. Jwale hara letshwele ba bang ba howa ntho ena, ba bang yane. Kaha molaodi a ne a sitwa ho tseba hoo e leng nnete ka baka la lerata, a laela hore Paulosi a iswe qhobosheaneng. Yare ha Paulosi a fihla mehatong e nyolohang, a tshwanela ho jarwa ke bahlabani ka baka la ho halefa ha letshwele, hobane bongata ba setjhaba bo ne bo latela, bo ntse bo howa, bo re: “Mmolaye!” Ha a se a tla kenngwa ka qhobosheaneng, Paulosi a re ho molaodi wa ba sekete: “Na o ka ntumella ho buisana le wena?” Yaba eo o re: “Na o tseba Segerike? Na ha o Moegepeta elwa eo maobanyana moo a neng a tsose moferefere, a isa banna ba kete di nne ba babolai nahathothe?” Paulosi a re: “Nna ke monna wa Mojuda ya tswaletsweng Tarasuse e Silesia; ke moahi wa motseng, e seng wa motsaneng. Jwale ke a o kopa, ako ntumelle ho bua le setjhaba sena.” Ha molaodi a mo dumeletse, Paulosi a ema mehatong e nyolohang ya monyako, a phoka setjhaba ka letsoho. Ha ho se ho kgutsitse tuu! a bua le bona ka Seheberu, a re: “Banna ba heso, le lona bo-ntate, mamelang boikarabello ba ka ho lona.” Ha ba utlwa hore o bua le bona ka Seheberu, ba kgutsa le ho feta pele, mme a re: “Nna ke monna wa Mojuda ya tswaletsweng Tarasuse e Silesia, empa ke hodiseditswe motseng ona, ke le morutwana wa Gamaleele, ka rutwa ka nepisiso Molao wa bo-ntata rona, ka tjhesehella Modimo jwaloka lona bohle, kajeno. Ka ikakgela ka setotswana ho hlorisa balatedi ba Tsela ena ya Morena, ka tlama banna le basadi, ka ba isa tjhankaneng. Le Moprista e Moholo le lekgotla lohle la baholo ba ka mpaka. Ba ile ba mpha mangolo a ngoletsweng Bajuda baheso ba Damaseka. Ka ya teng hore ke tlise ba Tsela ena Jerusalema ba tlamilwe, hore ba tle ba otlwe. “Ha ke le tseleng, mme ke atametse Damaseka, e batla e eba hara mpa ya motsheare, hanghang ka teelwa hare ke lesedi le leholo le tswang lehodimong. Ka wela fatshe, mme ka utlwa lentswe le re ho nna: Saule! Saule! O ntlhorisetsang na?>*** “Ka araba, ka re: O mang, Morena? “Yaba o re ho nna: Ke nna Jesu wa Nasaretha, eo o mo hlorisang. Ba neng ba ena le nna ba ile ba bona lesedi, empa ha ba ya ka ba utlwisisa hore na ya buang le nna o reng. “Ka re: Ke etse jwang, Morena? “Morena a re ho nna: Tsoha, o kene Damaseka, mme teng o tla bolellwa tsohle tseo Modimo a rerileng hore o di etse. Kaha ke ne ke foufaditswe ke kganya ya lesedi leo, bao ke neng ke ena le bona ba ntataisa ka letsoho, mme ka ya fihla Damaseka. “Jwale monna e mong ya bitswang Ananiase, ya hlomphang Modimo ho ya ka Molao, ya pakwang ke Bajuda bohle ba ahileng moo, a tla ho nna, mme a ema pela ka, a re: Saule, ngwaneso, boela o bone! Ka yona nako eo ka boela ka foufoloha, mme ka mmona. “A re: Modimo wa bo-ntata rona o o kgethile hore o tsebe thato ya hae, o bone Ya Lokileng, mme o utlwe lentswe le tswang molomong wa hae, hobane o tla ba paki ya hae ho batho bohle, o pake tseo o di boneng, le tseo o di utlwileng. Jwale o diehelang? Ema, o kolobetswe, o hlatsuwe dibe tsa hao ka ho rapela lebitso la hae. “Ha ke kgutletse Jerusalema, mme ke ntse ke rapela ka Tempeleng, ka ba le pono. Ka bona Morena, mme a re ho nna: Phakisa o tlohe Jerusalema kapelepele, hobane ha ba ka ke ba amohela bopaki boo o mpakang ka bona. “Ka re: Morena, ba a tseba hore ba dumelang ho wena ke ne ke ba hlahlela tjhankaneng, ke ba shapela ka matlung a thapelo. Ha ho tshollwa madi a paki ya hao, Setefane, ke ne ke le teng ka sebele, ke dumela, mme ke lebetse diaparo tsa ba mmolayang. “A re ho nna: Eya, hobane ke tla o roma hole, ditjhabeng! ” Ba mo mamela ho fihlela a bolela polelo ena, ba nto howa, ba re: “Tlosang motho ya tjena lefatsheng, hobane ha a lokele ho phela.” Ha ba ntse ba howeletsa, ba hlobola diaparo tsa bona, ba kgophola marole. Yaba molaodi wa ba sekete o laela hore Paulosi a kenngwe ka qhobosheaneng. A re hape a hlokofatswe ka ho shapuwa, hore a tle a tsebe hantle lebaka leo ba mo tlakang ka lona hakaalo. Empa yare ha ba mo tlama ka marapo, Paulosi a re ho molaodi wa ba lekgolo, ya emeng moo: “Na ho a dumelleha hore le shape motho eo e leng Moroma, a eso ka a ahlolwa na?” Yare ha molaodi wa ba lekgolo a utlwa hona, a ya ho molaodi wa ba sekete, a mo tsebisa, a re: “Motho enwa ke Moroma! O etsang?” Molaodi wa ba sekete a atamela, a re ho Paulosi: “Mpolelle, na o Moroma?” A re: “E.” Molaodi a araba, a re: “Nna ke rekile Boroma bona ka tjhelete e ngata!” Paulosi a re: “Nna ke Moroma ka tswalo.” Ba neng ba le lekgatheng la ho mo hlokofatsa, ba sutha hanghang ho yena. Le molaodi a tshoha ha a utlwa hore Paulosi ke Moroma, hobane o ne a se a mo tlamile. Ka la hosasane, kaha a ne a lakatsa ho tseba hantle hore na Paulosi o qoswa kang ke Bajuda, a mo lokolla, a laela hore baprista ba baholo, le lekgotla lohle, ba phuthehe, a nto tlisa Paulosi, a mo emisa kapele ho bona. Paulosi a tadimisisa lekgotla, a re: “Banna ba heso, ke nnile ka phela ka letswalo le kgutsitseng pela Modimo ho fihlela ka letsatsi lena.” Yaba Moprista e Moholo, Ananiase, o laela ba pela Paulosi ho mo wahlela molomong. Jwale Paulosi a re ho yena: “Moikaketsi towe! Modimo o tla o otla! O dutse mono hore o nkahlole ka Molao, empa o fapana le Molao, o laela hore ke otlwe.” Ba emeng haufi le Paulosi ba re: “O hlo hlapaole Moprista e Moholo wa Modimo?” Paulosi a re: “Bana beso, ke ne ke sa tsebe hore ke Moprista e Moholo, hobane ho ngotswe, ho thwe: O se ke wa bua mmusi wa setjhaba sa heno hampe. ” Yare ha Paulosi a hlokomela hore karolo e nngwe ke Basaduke, e nngwe ke Bafarisi, a howa kahara lekgotla, a re: “Banna ba heso, nna ke Mofarisi, ke ngwana wa Mofarisi; ke qosetswa ho ba le tshepo ya hore bafu ba tla tsoha.” Hoba a rialo phapang ya hlaha mahareng a Bafarisi le Basaduke, mme lekgotla la arohana. Basaduke ba ne ba re ha ho tsoho ya bafu, ha ho mangeloi, ha ho meya; athe Bafarisi ba ne ba lumela tsena tsohle. Ha hlaha leratahadi, mme ba bang ba Ditsebi tsa Molao, ba mokga wa Bafarisi, ba hanyetsa ka matla, ba re: “Ha re fumane bobe ba letho ho motho enwa; mohlomong moya kapa lengeloi le buile le yena.” Ha kgang e kgolo e loela, molaodi wa ba sekete, ka ho tshaba hore ba se tshohe ba tsekolla Paulosi, a laela hore bahlabani ba theohe, ba mo ntshe kahara letshwele, ba mo ise qhobosheaneng. Ka bosiu bo hlahlamang, Morena a tla ho yena, a re: “Beta pelo, hobane jwalokaha o mpakile Jerusalema, eka kgona o mpake jwalo le Roma.” Yare ha bo esa, Bajuda ba etsa mmomori, mme ba ikana hore ba ke ke ba eja, leha e le ho nwa letho, ba eso bolaye Paulosi. Ba entseng morero ona ba ne ba feta mashome a mane. Ba ya ho baprista ba baholo, le ho baholo ba setjhaba, ba re: “Re se re ikanne hore ha re ka ke ra latswa letho, re eso bolaye Paulosi. Ka baka lena lona, mmoho le lekgotla, bolellang molaodi wa ba sekete hore a mo theole, a mo tlise ho lona, e ke hoja le tlilo hlahlobisisa taba ya hae hantle; rona re se re itokiseditse ho mmolaya a eso fihle mona.” Empa motjhana wa Paulosi ha a utlwa tsa ho lallwa hoo, a ya, a kena qhobosheaneng, mme a tsebisa Paulosi. Yaba Paulosi o bitsa e mong wa balaodi ba ba lekgolo, mme a re ho yena: “Isa mohlankana enwa ho molaodi wa ba sekete, hobane o na le seo a ratang ho mo tsebisa sona.” Eo a mo nka, a mo isa ho molaodi wa ba sekete, a re: “Motshwaruwa Paulosi o ile a mpitsa, a nkopa ho tlisa mohlankana enwa ho wena, hobane o na le seo a ratang ho o bolella sona.” Molaodi a mo tshwara ka letsoho, a mo nkela thokwana, mme a mmotsa, a re: “Ke sefe seo o ratang ho mpolella sona?” A re: “Bajuda ba dumellane hore hosasane ba o kope ho theolela Paulosi kgotla, e ke hoja ba tlilo mmotsisisa hantle ka tsa hae. Empa o se ke wa ba mamela, hobane banna ba fetang mashome a mane ba bona ba mo laletse, kaha ba ikanne hore ba ke ke ba eja, leha e le ho nwa, ba eso mmolaye. Jwale ba itokisitse, ba se ba emetse qeto ya hao feela.” Yaba molaodi wa ba sekete o lokolla mohlankana hore a tsamaye, a mo laela, a re: “O se ke wa bolella motho hore o ntomme tsebe.” Jwale molaodi wa sekete a bitsa balaodi ba babedi ba mabotho a ba lekgolo, a re: “Ka hora ya borobong, bosiu, le hlophe bahlabani ba makgolo a mabedi, le bapalami ba dipere ba mashome a supileng, le ba hlometseng ka marumo ba makgolo a mabedi, ba tsamaye ho ya fihla Sesaria. Le dipere di be teng, ba tle ba palamise Paulosi, ba yo mo fihlisa ho mmusisi Felekise a sa hlahelwa ke kotsi.” Yaba o ngola lengolo le reng: “Nna, Tlelaudiose Losiase, ke dumedisa Mohlomphehi ya kgabane, mmusisi Felekise. Monna enwa o na tshwerwe ke Bajuda, mme ba le lekgatheng la ho mmolaya. Ha ke utlwa hore ke Moroma, ka fihla ka bahlabani, ka mo namolela. Kaha ke ne ke rata ho tseba ka ho tlala seo ba mo qosang ka sona, ke ile ka mo isa lekgotleng la bona. Ke fumane hore ha ho letho leo a qoswang ka lona le tshwanelwang ke lefu kapa tjhankana; o qoswa ka kgang e amanang le Molao wa bona. Eitse hoba ke longwe tsebe hore monna enwa o rerilwe, ka mo romela ho wena ka potlako, ka laela le baqosi ba hae hore ba tlo bolela kapele ho wena seo ba mo qosang ka sona.” Jwale bahlabani, kamoo ba laetsweng kateng, ba nka Paulosi le bosiu, ba mo isa Antipaterise. Ka la hosasane ba maoto ba kgutlela qhobosheaneng, ba siya bapalami ho tswela pele le yena. Ha ba fihla Sesaria ba neelana ka lengolo la mmusisi, mme ba siya Paulosi matleng a hae. Hoba mmusisi a bale lengolo, a mmotsa hore na ke wa hokae. Ha a utlwile hore o tswa Silesia, a re: “Ke tla o mamela ha baqosi ba hao le bona ba se ba fihlile.” Mmusisi a laela hore Paulosi a bolokwe tlung ya Heroda ya bokgosi. Kamora matsatsi a mahlano Moprista e Moholo, Ananiase, a theoha le baholo ba bang, le mmuelli e mong ya bitswang Teretulose, ba qosa Paulosi kapele ho mmusisi. Hoba Paulosi a bitswe, Teretulose a qala nyewe, a re: “Mohlomphehi Felekise ya kgabane, ke ka wena re fumaneng kgotso e tiileng. Dintjhafatso di bile teng setjhabeng sena ka ho ba sedi ha hao. Kamehla, le kahohle, re di amohela ka teboho e kgolo. Empa, hore ke se o senyetse nako, ke rapela hore o ko be le mamello ho re utlwa ho se hokae. “Re fumana monna enwa a le kotsikotsi, a fehla moferefere hara Bajuda lefatsheng lohle, e bile e le moetapele wa mokga wa Banasaretha. O lekile le ho tlontlolla Tempele, ra ba ra rata ho mo ahlola ka Molao wa rona. Empa Losiase, molaodi wa ba sekete, o fihlile a mo nka matsohong a rona ka dikgoka. O bile o laetse baqosi ba hae ho tla kapele ho wena. Ha o se o mo hlahlobisisitse, o tla tseba ka ho tlala tsohle tseo re mo qosang ka tsona.” Bajuda le bona ba mo tlatsa, ba re tseo di jwalo. Hoba mmusisi a mo hwehle hore a bue, Paulosi a araba, a re: “Ka ho tseba hore o bile moahlodi wa setjhaba sena ka dilemo tse ngata, ke thabela haholo ho ikarabella hodima tseo ke qoswang ka tsona. Jwalokaha o ka tseba, ha ho eso fete matsatsi a leshome le metso e mmedi ho tloha ha ke nyolohela Jerusalema, ho ya kgumamela Modimo. Ha ba ya ka ba mphumana ka Tempeleng ke buisana le motho, kapa ke tsosa moferefere hara letshwele, leha e le ka tlung ya thapelo kapa hara motse. Le tseo ba nqosang ka tsona ha ba ka ke ba tseba ho di pakahatsa. Ke ipolela ho wena hore Tsela ena eo ba reng ke ya mokga osele, ke eo ke rapelang Modimo ka yona. Empa ke ntse ke dumela tsohle tse dumellanang le Molao le tse ngotsweng dibukeng tsa Baporofeta. Hape ke na le tshepo eo le bona ba nang le yona ho Modimo, ya hore ba lokileng le ba kgopo ba tla tsoha bafung. Kahona ke leka hore kamehla ke be le letswalo le kgutsitseng pela Modimo le batho. “Jwale kamora dilemo tse ngata, ke tlisitse dithuso ho setjhaba sa heso le ho tla etsa mahlabelo. Ba mphumane ke le ka Tempeleng, ke itlhwekisitse, ho se na letshwele kapa moferefere. Empa ho ne ho ena le Bajuda ba bang ba tswang Asia, bao haeba ba ne ba ena le qoso ho nna, ba ka beng ba le teng kapela hao ho nqosa. Kapa bona bana ba bolele molato oo ba o fumaneng ha ke ne ke eme kapele ho lekgotla; haese haeba ke ka baka la polelo ena e le nngwe, eo ke e buileng ke eme hara bona, ka re: Kajeno ke ahlolwa kapele ho lona ka taba ya tsoho ya bafu. ” Jwale Felekise ka ho tsebisisa tse ngata tsa Tsela ena a thisisa nyewe, a re: “Ke tla etsa qeto tabeng ya lona ha molaodi wa ba sekete, Losiase, a se a fihlile.” A laela molaodi wa ba lekgolo hore a dise Paulosi, feela a be le bolokolohi bo itseng, mme a se thibele motho ofe kapa ofe wa ba habo ho mo thusa. Kamora matsatsi a seng makae, Felekise a tla le mohatsa hae, Derusilla wa Mojuda, mme a bitsa Paulosi, a mo mamela ha a bolela tsa tumelo ho Jesu Kreste. Yare ha a ntse a bua ka ho loka, le boitshwaro, le kahlolo e tlang, Felekise a tshoha, a re: “Hajwale o ka tsamaya; ke tla o bitsa hamorao, ha ke ena le nako.” Ebile o ne a tshepile hore Paulosi o tla mo ntshetsa tjotjo, mme ka baka leo a nna a mmitsa kgafetsa, a buisana le yena. Kamora dilemo tse pedi Felekise a hlahlangwa ke Porokiose Fesetose, mme ka ho rata ho kgahlisa Bajuda, Felekise a siya Paulosi ditlamong. Yare hoba Fesetose a fihle naheng eo, ha feta matsatsi a mararo, yaba o tloha Sesaria o nyolohela Jerusalema. Baprista ba baholo le baetapele ba Bajuda ba qosa Paulosi. Ba rapela Fesetose, ba mo kopa hore a ba tswele molemo wa hore Paulosi a romelwe Jerusalema, kaha ba ne ba rerile ho mo lalla tseleng, ba mmolaye. Empa Fesetose a araba ka ho re Paulosi o tla bolokwa Sesaria, mme le yena o rerile ho etela teng haufinyane. Hape a re: “Ba ka bang le hona hara lona ba theohe le nna, mme haeba ho ena le letho le phoso ho monna eo, ba mo qose.” Yare hoba a hlole le bona matsatsi a ka bang robedi, kapa a leshome, a theohela Sesaria. Ka le hlahlamang a dula setulong sa boahlodi, a laela hore Paulosi a tliswe. Ha a fihlile, Bajuda ba neng ba theoha Jerusalema ba mo teela hare, ba mo qosa ka diqoso tse ngata, tse boima, empa tseo ba neng ba sitwa ho di pakahatsa. Paulosi a ikarabella ka ho re: “Ha ke a sitelwa Molao wa Sejuda, kapa Tempele, esita le Sesare.” Empa Fesetose, ka ho rata ho kgahlisa Bajuda, a botsa Paulosi, a re: “Na o lakatsa ho nyolohela Jerusalema ho ya ahlolelwa diqoso tsee kapele ho nna na?” Paulosi a re: “Ke eme kapele ho lekgotla la Sesare la boahlodi, moo ke lokelang ho ahlolelwa teng. Ha ke a fosetsa Bajuda ka letho, jwalokaha le wena o tseba hantle. Haeba ke fositse, mme ke entse ho hong ho lokelwang ke lefu, ha ke hane ho shwa. Empa haeba ho se nnete tabeng tseo bana ba nqosang ka tsona, ha ho motho ya ka nneelang bona. Ke ipiletsa ho Sesare.” Hoba Fesetose a buisane le lekgotlana la hae, a re: “O ipileditse ho Sesare; o tla ya kapele ho Sesare.” Ha ho fetile matsatsi a seng makae, kgosi Ageripa le Berenike ba fihla Sesaria, ba ya boka dikgomo ho Fesetose. Ha ba qetile matsatsi a mangata ba le moo, Fesetose a bolella kgosi ditaba tse amanang le Paulosi, a re: “Ho na le monna e mong eo Felekise a mo siileng e le motshwaruwa. Ha ke le Jerusalema, baprista ba baholo le baholo ba Bajuda ba ile ba mo qosa, mme ba kopa hore a ahlolwe. “Ke ile ka ba araba ka ho re hase moetlo wa Baroma ho neelana ka moqosuwa a eso thulanngwe le baqosi ba hae, le ho newa sebaka sa ho ikarabella qosong ya hae. Ka le hlahlamang, ha ba se ba tlile kwano, ke ile ka dula setulong sa boahlodi ntle ho tikatiko, mme ka laela hore monna eo a tliswe. Ha baqosi ba ema ba sitwa ho hlahisa le e nngwe ya diqoso tse mpe, tseo ke neng ke di nahanne. Ba phehisana kgang le yena ka taba tse itseng tsa bodumedi ba bona, le ka e mong eo ho thweng ke Jesu, ya neng a shwe, empa eo Paulosi a tiisang hore o a phela. Ka ho tsietswa ke taba tsena, ka re na a ka rata ho ya Jerusalema, hore taba tsena di yo ahlolelwa teng. Empa Paulosi a ipiletsa hore a bolokwe tjhankaneng, a emele kahlolo ya Motlotlehi. Ke ile ka laela hore a bolokwe ho fihlela nka mo romela ho Sesare.” Ageripa a re ho Fesetose: “Le nna nka rata ho utlwa motho eo.” Fesetose a re ho yena: “O tla mo utlwa hosasane.” Ka tsatsi le hlahlamang, Ageripa le Berenike ba fihla ba aperwe ke balaodi ba ba sekete, le banna ba motse ba ka sehloohong, ba kena ka tlung. Ka taelo ya Fesetose, Paulosi a tliswa. Fesetose a re: “Kgosi Ageripa, le lona banna bohle ba teng mona, le bona monna enwa, eo setjhaba sohle sa Bajuda se ipileditseng ho nna ka yena ke le Jerusalema leha ke le mona, sa howa, sa re ha a sa tshwanetse ho nna a phela. Empa ha ke a fumana a entse letho le lokelwang ke lefu. Eitse yena ha a ipiletsa ho Motlotlehi, ka rera ho mo romela teng. Ha ho letho le tiileng leo nka le ngollang kgosi ya ka. Ka baka leo, ke mo tlisitse kapele ho lona, haholoholo kapele ho wena, kgosi Ageripa, e le hore, ha ho se ho entswe hlahlobo ke tle ke be le seo nka se ngolang. Ho nna ho bonahala eka e ka ba ho hloka kelello ho romela motshwaruwa ke sa bontshe melato eo a qoswang ka yona.” Ageripa a re ho Paulosi: “O dumeletswe hore o ipuelle.” Yaba Paulosi o otlolla letsoho, mme a ikarabella, a re: “Kgosi Ageripa, ke iphumana ke le lehlohonolo ha e le mona kajeno ke tla ikarabella kapele ho wena, hodima tseo ke qoswang ka tsona ke Bajuda; haholo ha o bile o le setsebi sa meetlo yohle le dikgang tsohle tsa Bajuda. Ke ka hona ke kopang hore o be pelonolo ho mmamela. “Bajuda bohle ba tseba kamoo ke phetseng kateng ho tloha botjheng ba ka. Ba tseba hore ho tloha kgale ke phetse hara setjhaba sa heso le mona Jerusalema. Kaha ba ntsebile ho tloha kgale, haeba ba rata ba ka paka hore ke ile ka phela ke le Mofarisi, ke le wa mokga wa tumelo ya rona, o ditaelo di thata. Jwale ka baka la ho tshepa tshepiso eo Modimo a e etseditseng bo-ntata rona, ke eme mona ho ahlolwa. Meloko ya rona e leshome le metso e mmedi, ha e ntse e pheella ho sebeletsa Modimo motsheare le bosiu, e tshepile hore tshepiso eo e tla phethahatswa, mme ke ka baka la yona tshepiso eo, kgosi, ke qoswang ke Bajuda. Ke ka baka lang lona le lekanyang hore ke ntho e ke keng ya dumelwa ya hore Modimo a ka tsosa bafu na? “Jwale le nna ke ne ke hopotse hore ke tshwanetse ho etsa dintho tse ngata tse lwantshanang le lebitso la Jesu wa Nasaretha. Ka fela ka di etsa Jerusalema. Ka matla ao ke a neilweng ke baprista ba baholo, ka kwalla ba bangata ba badumedi ditjhankaneng. Leha ba ne ba bolawa, ke ne ke ananela. Hangata, ka ho ba otla ka matlung wohle a thapelo, ka leka ho ba tlamella hore ba nyefole. Kaha ke ne ke ba halefetse ka ho fetisisa, ka ba hlorisa ho ya fihla le metseng e ka mathoko. “Yaba ke ya Damaseka ke neilwe matla le thomo ke baprista ba baholo. Jwale, kgosi, hara mpa ya motsheare, ha ke le tseleng, ka bona kganya e fetang ya letsatsi e tswang lehodimong; ya nteela hare le bao ke neng ke tsamaya le bona. Yare hoba bohle re wele fatshe, ka utlwa lentswe le re ho nna, ka Seheberu: Saule! Saule! O ntlhorisetsang na? Ho thata ho wena ho raha ditsenene! “Yaba ke re: O mang, Morena? “Morena a re: Ke nna Jesu, eo o mo hlorisang. Empa tsoha, o eme, hobane ke iponahaditse ho wena, hore ke o kgethe ho ba mosebeletsi le paki ya tseo o di boneng ka nna, le tseo ke tla iponahatsa ho wena ka tsona. Ke tla o namolela ho Bajuda le ho baditjhaba, bao nna ke o romang ho bona. O tla ba tutubolla, ba tswe lefifing ba ye leseding; ba tswe matleng a Satane, ba ineele ho Modimo, mme ka ho dumela ho nna ba tle ba fumane tshwarelo ya dibe tsa bona, ba be le kabelo hara ba halaleditsweng! “Ke ka hona, kgosi Ageripa, ke sa kang ka hana ho mamela pono eo ya lehodimo. Empa ke qadile pele ka ba leng Damaseka le Jerusalema, le ba naheng yohle ya Judea, hamorao ka ya ho baditjhaba, ka ba phatlalletsa hore ba bake, ba sokolohele ho Modimo, ba etse mesebetsi e lokelang pako. Ke ka lebaka la tsena Bajuda ba ileng ba ntshwara ke le ka Tempeleng, mme ba leka ho mpolaya. Ka fumana thuso ya Modimo, ho fihlela ka letsatsi lena ke ntse ke eme ho paka ho ba baholo le ba banyenyane, ho se letho leo ke le bolelang ntle ho tseo baporofeta le Moshe ba itseng di tla etsahala; e leng hore Mesia o tla hlokofatswa, e be wa pele ho tsoha bafung, a tle a bontshe setjhaba sa Bajuda le baditjhaba lesedi.” Yare a sa ntsane a ikarabella, Fesetose a bua ka lentswe le phahameng, a re: “O a lora, Paulosi! Tsebohadi ena ya hao e a o hlantsha!” Empa Paulosi a re: “Fesetose ya kgabane, ha ke hlanye, ke bua mantswe a nnete, a nang le kelello. Kgosi e tseba tsena tsohle; ke ka baka leo ke buang ka sebete, hobane ke kgolwa hore ha ho letho le patilweng ho yona, hobane ha di a etsetswa sephiring. Kgosi Ageripa, na o dumela baporofeta? Ke a tseba hore o a dumela.” Yaba Ageripa o re ho Paulosi: “O hloma eka o ka ntshokolla habonolo hakaalo hore ke be Mokreste!” Paulosi a re: “Leha e ka ba habonolo kapa hathata, ke rapela Modimo hore e se be wena feela, empa le bohle ba nkutlwang kajeno ba be seo ke leng sona, re fapane feela ka mahlaahlela ana.” Ke ha kgosi le mmusisi le Berenike le ba neng ba dutse le bona, ba ema. Hoba ba tswe, ba buisana, ba re: “Motho enwa ha a ya etsa letho le lokelwang ke lefu kapa ke tjhankana.” Yaba Ageripa o re ho Fesetose: “Motho enwa a ka be a lokolotswe, hoja ha a a ka a ipiletsa ho Sesare.” Ha ho se ho rerilwe hore re tshele ka sekepe ho ya Italia, Paulosi le batshwaruwa ba bang ba neelwa molaodi e mong wa ba lekgolo, ya bitswang Juliase, wa lebotho le bitswang la Motlotlehi. Ra kena ka sekepeng se tswang Adaramutinose, se neng se eya metseng e lebopong la Asia, re ena le Arisetarekose, wa Thesalonika, motse wa Masedonia, yaba re a tloha. Ka le hlahlamang ra fihla Sidone. Juliase a ba mosa ho dumella Paulosi ho ikela ho metswalle ya hae, ho ya hlokomelwa. Ho tloha moo ra ikgohla ka sehlekehleke sa Sipera ka baka la meya e neng e re tobile. Eitse hoba re tshele lewatle la Silesia le la Pamfilea, ra fihla Mira e Lokia. Hona moo molaodi wa ba lekgolo a fumana sekepe se tswang Alekesanderia se yang Italia; a re palamisa ho sona. Ra tsamaya butle ka matsatsi a seng makae, mme ra fihla Kenidose ka bothata. Erekaha moya o no re thibela, ra tsamaya re ikgohlile ka Kerete, re tobane le hlwahlwa ya Salemone. Ra tsamaya ka bothata, re sikile le lebopo, ra ya fihla sebakeng se bitswang Kou tse Ntle, se haufi le motse wa Lasia. Ho ne ho se ho fetile nako e telele, letsatsi la mokete wa Boinyatso le lona le se le fetile; kahoo le leeto la sekepe le ne le se le le kotsi. Paulosi a ba eletsa, a re: “Banna, ke hlokomela hore leeto lena le tla ba le kotsi le tshenyehelo e kgolo; e seng feela ya thepa le sekepe, empa le ya bophelo ba rona.” Empa molaodi wa ba lekgolo a kgolwa motsamaisi wa sekepe le monga sona ho feta se neng se bolelwa ke Paulosi. Kaha kou ya dikepe e ne e sa lokela ho emisa dikepe nakong ya mariha, ba bangata ba dumellana ka hore ho tlohuwe moo, ka tshepo ya ho ya finyella le ho qeta mariha Foinikese, e leng kou ya Kerete e tobaneng le borwa-bophirima le leboya-bophirima. Yare ha moya wa borwa o foka butle, mme ba hopola hore ba fihletse morero wa bona, yaba ba kgokgotholla sekepe, ba tsamaya ba sikile le lebopo, haufi le Kerete. Empa kamora nakwana e se kae, ha theoha moya wa sefefo o matla, o tswang leboya-botjhabela. Yare ha sekepe se tshwarwa ke sefefo, sa hlolwa ke moya, yaba re a se tlohela, sa fefoha. Ra tsamaya re itshireleditse ka sehlekehlekenyana se bitswang Kauda, empa ra batla re thatafallwa ke ho pholosa seketswana sa sekepe. Ba se hulela ka sekepeng. Ba tlama sekepe ka mehala, mme ka baka la ho tshaba ho qahwa lehlabatheng la Siretise, ba diha seile, ba lesa sekepe ho ya moo se ratang. Kaha re ne re patisitswe ke sefefo, ka le hlahlamang ba lahlela thoto lewatleng. Ka tsatsi la boraro, ka matsoho a bona, ba qhaqholla tse tsamaisang sekepe, ba di lahlela lewatleng. Ha ho sa bonahale letsatsi kapa dinaledi ka matsatsi a mangata, empa sefefo sona se ntse se befile haholo, jwale tshepo ya hore re tla pholoha ya fela tu! Erekaha ba ne ba qetile nako e telele ba sa je, Paulosi a ema hara bona, a re: “Banna, hojane le kile la mmamela, la se ke la tloha Kerete, le ka be le sa hlahelwa ke kotsi le tahlehelo ena. Empa le jwale ke sa le kgothaletsa ho kgoba matshwafo, hobane ha ho ya tla timela, haese sekepe feela. Lengeloi la Modimo wa ka, eo ke mo sebeletsang, le ile la fihla ho nna bosiung bona, la re: Paulosi, o se ke wa tshaba; o loketse ho ya hlaha kapele ho Sesare, mme ka baka la hao, Modimo o tla pholosa bohle ba tsamayang le wena ka sekepe. Ka baka leo, banna, kgobang matshwafo, hobane ke tshepile Modimo hore ho tla ba jwalokaha ke boleletswe. Empa eka kgona re hlatsetswe sehlekehlekeng se seng.” Ha re ntse re fefoha lewatleng la Adariya, ha e batla e eba hara mpa ya bosiu, bosiung ba leshome le metso e mene, batsamaisi ba sekepe ba bona eka ba atamela ho kang lebopo. Yaba ba qhoqhotsa botebo ba metsi, mme ba fumana bo etsa dimethara tse mashome a mane. Hoba ba tsamatsamaye, ba qhoqhotsa hape, ba fumana bo se bo etsa dimethara tse mashome a mararo. Ka ho tshaba ho thulana le mafika, ba akgela dingaparela tse nne, tse tswang ka setonong sa sekepe, ba lakatsa eka bosiu bo ka sa. Yare ha batsamaisi ba sekepe ba rata ho baleha, ba se ba theoletse seketswana sa sekepe lewatleng, ba etsa eka ba akgela dingaparela tse tswang ka hloohong ya sona, Paulosi a bua le molaodi wa ba lekgolo le bahlabani, a re: “Ha banna bao ba sa dule ka sekepeng, le ke ke la pholoha.” Yaba bahlabani ba kgaola mehala ya seketswana, ba a se tlohela, sa wela. Yare ha bo tla sa, Paulosi a kgothaletsa bohle hore ba je, a re: “Kajeno ke letsatsi la leshome le metso e mene le ntse le lebeletse, le sa je letho; kahona ke le kgothaletsa hore le je, le tsebe ho phela, hobane ha ho le ya mong wa lona ya tla lahlehelwa le ke qoba ya moriri wa hae.” Hoba a rialo, a nka bohobe, a boka Modimo pela bohle, a bo ngwatha, a qala ho ja. Bohle ba kgothala, le bona ba eja. Ka sekepeng re ne re le batho ba makgolo a mabedi le mashome a supileng a metso e tsheletseng. Ha ba se ba kgotshe, ba imolla sekepe ka ho lahlela koro lewatleng. Ha bosiu bo esa, ba se ke ba tseba hore na ba lebopong lefe, empa ba bona kou e nang le lehlabathe, mme ba rera ho sesisetsa sekepe hona teng, haeba ho ka etsahala. Ba kgaola dingaparela, ba di tlohela lewatleng, mme ka yona nako eo ba lokolla le mehala ya masokwana a sekepe. Ba nto phahamisa seile e kapele hore e kge moya, ba lebisa sekepe lebopong. Yare ha ba fihla hlwahleweng e mateanong a maqhubu, ba lelemisetsa sekepe ho yona. Sefuba sa sona sa kgitla lehlabatheng, sa qawa, empa setono sona sa qala ho pshatlwa ke sefutho sa maqhubu. Maikutlo a bahlabani e ne e le hore ba bolaye batshwaruwa, esere e mong wa bona a sesetsa lebopong, a phonyoha. Empa molaodi wa ba lekgolo, ka ho rata ho pholosa Paulosi, a ba thibela morerong oo wa bona. A laela ba tsebang ho sesa hore ba itihele metsing pele, ba yo fihla lebopong, mme ho ba setseng, ba bang ba itshwarelle mapolankeng, ba bang mafatseng a tswang sekepeng. Ka mokgwa o jwalo, bohle ba fihla lebopong, mme ba pholoha. Ha re se re phonyohile, ra utlwa hore sehlekehleke seo se bitswa Maleta. Baahi ba teng ba re bontsha mosa o moholo. Ka baka la pula e neng e ena, le ka baka la mohatsela, ba besa mollo, ba re amohela bohle. Yare hoba Paulosi a bokelle leqhawana la patsi, a le akgele mollong, noha e ntshwang ke mofuthu ya ithatela letsohong la hae. Ha baahi ba bona noha eo e leketla letsohong la hae, ba bolellana, ba re: “Ruri motho enwa ke mmolai, eo le hoja a phonyohile lewatleng, ka toka a ke keng a dumellwa ho phela.” Empa Paulosi a hlohlorela noha mollong, mme a se ke a tswa kotsi. Ba ne ba lebeletse hore o se a le lekgatheng la ho ruruha, kapa la ho otlana fatshe hanghang, mme a shwe. Empa hoba ba lebelle halelele, mme ba se ke ba bona letho le phoso le etsahalang ho yena, ba fetola maikutlo a bona, ba re: “Ke modimo!” Jwale, hona dikarolong tse haufi le sebaka seo, ho ne ho ena le masimo a morenana wa moo, ya bitswang Poboleose. A re amohela ka mosa, a re boloka matsatsi a mararo re le baeti ba hae. Jwale ha etsahala hore ntata Poboleose a robale fatshe, a tshwerwe ke feberu le letshollo le lefubedu. Paulosi a kena, a rapela, a mmea matsoho, mme a mo fodisa. Yare hoba hona ho etsahale, le bakudi ba bang ba sehlekehlekeng ba tla, mme ba fodiswa. Bao le bona ba re hlompha ka hlompho e kgolo, mme mohla re tsamayang ba re etsetsa mofao. Kamora kgwedi tse tharo ra kena ka sekepeng se tswang Alekesanderia, se neng se ile sa tshabela mariha sehlekehlekeng seo. Sekepe seo se ne se ena le letshwao la medimo ya Bagerike ya Mafahla. Yare ha re fihla Sirakuse, ra hlola teng matsatsi a mararo. Ho tloha moo ra tswela pele, ra ya fihla Regione. Kamora letsatsi le le leng moya wa borwa wa foka, mme ka letsatsi la boraro ra fihla Poteole. Teng ra fumana badumedi. Ba re rapela hore re hlole matsatsi a supileng le bona. Qetellong ra fihla Roma. Kamorao ho moo, yare hoba badumedi ba leng Roma ba utlwele tsa rona, ba tla ho re kgahlanyetsa lebaleng la motse wa Apiuse, le moo ho thweng ke Dihoteleng tse Tharo, mme yare ha Paulosi a ba bona, a leboha Modimo, a kgoba matshwafo. Ha re fihla Roma, Paulosi a dumellwa ho dula a le mong le mohlabani ya mo lebelang. Ha etsahala hore kamora matsatsi a mararo, Paulosi a meme baetapele ba Bajuda. Ha ba se ba kopane a re ho bona: “Banna ba heso, le hoja ke sa etsa se hananang le setjhaba kapa le meetlo ya boholoholo, ke motshwaruwa ya tswang Jerusalema, ya neetsweng matsohong a Baroma. Hoba ba mpotsisise, Baroma ba ne ba rata ho ntokolla, hobane ho ne ho se lebaka la hore ke bolawe. Ha Bajuda ba hanyetsa taba ena, ke ile ka tlameha ho ipiletsa ho Sesare, feela e se hobane ke rata ho qosa setjhaba sa heso ka letho. Ka baka lena he, ke le bitsitse ho le bona le ho buisana le lona, hobane ke ka baka la tshepo ya Iseraele ke tlamilweng ka mahlaahlela ana.” Yaba ba re ho yena: “Ha re eso ka re amohela mangolo a tswang Judea a buang ka wena; hape ha ho eso be le ya mong wa badumedi ya kileng a fihla a bolela kapa a bua se sebe ka wena. Empa re fumana ho lokela ho utlwa tseo wena o di hopolang, hobane seo re se tsebang ke hore, ha e le mokga ona, o hanyetswa hohle.” Ha ba se ba mo kgethetse letsatsi, ba bangata ba tla ho yena, moo a dulang teng. A ba hlalosetsa, a paka tsa Mmuso wa Modimo. Ho tloha hoseng ho fihlela mantsiboya a leka ho ba kgodisa ka tsa Jesu, a ipapisitse le Molao wa Moshe le Baporofeta. Ba bang ba kgodiswa ke tseo a di buileng, empa ba bang ba se ke ba dumela. Yare ha ba sa dumellane, ba qhalana, kamora hoba Paulosi a bue hape, a re: “Moya o Halalelang o buile hantle ho bo-ntata lona, ka moporofeta Esaya, wa re: “ Tsamaya, o yo bolella setjhaba sena: o re: Ho utlwa le tla utlwa, empa le ke ke la utlwisisa; ho sheba le tla sheba, empa le ke ke la bona; hobane pelo ya setjhaba sena e thatafetse, se thibane ditsebe, se itutubaditse; esere mohlomong sa bona ka mahlo a sona, sa utlwa ka ditsebe tsa sona, sa utlwisisa ka pelo tsa sona, sa sokoloha, yaba ke a se fodisa. ” “Ka baka lena tsebang hore pholoho ena e tswang ho Modimo e fetiseditswe ho baditjhaba; bona ba tla mamela.” Yare hoba a bue mantswe ana, Bajuda ba tsamaya ba phehisane kgang ya letwatwa. Paulosi a hlola moo lemo tse pedi tse tletseng, a le tlung eo a neng a e hirile, mme a amohela bohle ba tlang ho yena. A phatlalatsa tsa Mmuso wa Modimo, a ruta tsa Morena Jesu Kreste ka sebete, ho se na thibelo. Nna Paulosi, mohlanka wa Kreste Jesu, ke bitseditswe ho ba moapostola. Ke kgethetswe ho bolela molaetsa o molemo wa Modimo, oo a neng a o tshepise batho e sa le pele, ka baporofeta ba hae, Mangolong a halalelang. Molaetsa oo o bua ka Mora wa Modimo, eo ho ya ka nama, a tswetsweng lelokong la Davida; athe ho ya ka Moya wa kgalalelo ho ile ha bolelwa, ka tsoho ya hae bafung, hore ke Mora ya matla wa Modimo, Jesu Kreste, Morena wa rona. Ke ka yena re amohetseng neo ya boapostola, e le hore re ise ditjhaba tsohle mamelong e tswang tumelong, ka baka la hae. Le lona, le le ba bitsitsweng ke Jesu Kreste, le balellwa hara tsona. Ke dumedisa ba leng Roma, bao Modimo a ba ratang, ba bitseditsweng ho ba bahalaledi, ke re: Mohau le kgotso ya Modimo Ntata rona le ya Morena Jesu Kreste di ke di be le lona. Ke qala ka ho leboha Modimo wa ka, ka Jesu Kreste, ka baka la lona bohle, hobane tumelo ya lona e bolelwa lefatsheng lohle. Modimo eo ke mo sebeletsang ka moya wa ka wohle, ka ho phatlalatsa molaetsa o molemo wa Mora wa hae, ke paki ya ka, ya kamoo ke sa phetseng kateng ho le rapella. Kamehla, dithapelong tsa ka, ke ntse ke kopa hore qetellong ke mpe ke fumane monyetla wa ho tla ho lona, ha e le thato ya Modimo. Ke hlolohetswe ho le bona, hore ke le abele neo e nngwe ya Moya, le tle le matlafatswe. Hona ke ho re, ha ke le ho lona, re kgothatsane ka tumelo ya rona bohle, nna ka tumelo ya lona, le lona ka ya ka. Bana beso, ke rata ha le tseba hore ke rerile ka makgetlo ho le etela, empa ho fihlela jwale ke sa hlotswe. Ke ne ke rata hore le hara lona ke tle ke fumane ditholwana tsa mosebetsi wa ka, jwaloka ditjhabeng tse ding. Ke na le boikarabelo ho Bagerike le ho bao e seng bona, ho ba rutehileng le ho ba sa rutehang; ke ka hona ke nang le tjheseho ya ho bolella le lona ba leng Roma molaetsa o molemo. Ha ke hlajwe ke dihlong ho bolela molaetsa o molemo, hobane wona ke matla a Modimo, a pholosang mang le mang ya dumelang, Mojuda pele, le yena moditjhaba. Molaetsa ona o senola kamoo Modimo a lokafatsang batho kateng; feela ho hlokahala tumelo ho tloha qalong ho isa qetellong, jwalokaha ho ngotswe, ho thwe: “Ya lokileng o tla phela ka tumelo.” Kgalefo ya Modimo e senotswe e etswa lehodimong, e theohela hodima bohle ba sa hlompheng Modimo, ba sa lokang, ba thibelang nnete ka ho se loke ha bona, hobane se ka tsejwang ka Modimo ba se bona hantle. Modimo o ba bontshitse sona. Ho tloha tlholehong ya lefatshe, tse sa bonweng tsa hae, ke ho re matla a hae a sa feleng le bomodimo ba hae, haesale di bonwa hantle, mme di utlwisiswa ka tse entsweng ke yena. Kahoo ba hloka boitatolo, hobane leha ba tsebile Modimo, ha ba a ka ba mo tlotlisa le ho mo leboha jwaloka Modimo. Menahano ya bona ya leba nthong tse se nang thuso, mme pelo tsa bona tse hlokang kutlwisiso tsa fifala. Leha ba ne ba re ba bohlale, ba thotofala; tlotla ya Modimo ya sa shweng, ba e fetola setshwantsho sa motho ya shwang, kapa sa dinonyana, kapa sa diphoofolo, kapa sa dihahabi. Ka baka leo, Modimo o ba tloheletse ho phetha ditakatso tsa dipelo tsa bona, le ho etsa tse ditshila, tse hlomphollang mmele ya bona. Bona ba fetotse nnete ya Modimo leshano, ba kgumamela sebopuwa, ba se sebeletsa ho ena le Mmopi ya bokwang kamehla yohle! A ho be jwalo! Ka baka leo, Modimo o ba tloheletse ho phetha ditakatso tse matla, tse hlabisang dihlong. Le basadi ba bona ba sebedisa bosadi ba bona ka mokgwa o hananang le tlholeho. Ka mokgwa o jwalo, le banna ba tlohetse ho kopanela dikobo le basadi ka mokgwa o dumellanang le tlholeho, empa ba lakatsana ka bobona; ba etsa tse hlabisang dihlong le banna ba bang, mme ba fumana kotlo e tshwanelang ho kgeloha hoo ha bona. Kaha ba ne ba sa bone ho hlokeha hore ba amohele Modimo eo ba mo tsebileng, Modimo o ba tloheletse ba ntse ba tsherehane dikelello, e le hore ba etse tse sa tshwanelehang. Ba tletse ho se loke hohle, bokgopo, meharo, bobe; ba tletse mona, polao, diphapang, mano, mekgwa e mebe; ke basebi, baetseletsi, ba hloileng Modimo, baikakasi, baikgohomosi, baithorisi, baqapi ba tse mpe, ba sa utlweng batswadi, ba hlokang kutlwisiso, botshepehi, lerato le mohau. Leha ba tseba hantle taelo ya Modimo e reng ba etsang tse jwalo ba lokelwa ke lefu, ha ba di etse e le bona feela, empa ba bile ba thoholetsa le ba bang ba di etsang. Ka baka leo, wena motho ya ahlolang, leha o ka ba mang kapa mang, o hloka boitatolo, hobane ka ho ahlola ba bang, o a ikahlola, kaha wena ya ahlolang o ntse o etsa tsona tseo. Re tseba hore Modimo o ahlola ka nepo ba etsang tse jwalo. Jwale wena motho ya ahlolang ba bang ba etsang tse jwalo, empa o ntse o di etsa, na o hopola hore o tla phonyoha kahlolong ya Modimo? Kapa o nyedisa boholo ba mosa wa hae, le ba boiphapanyo ba hae, le ba mamello ya hae, hobane o sa tsebe hore mosa wa Modimo o o isa pakong? Empa ka baka la bothata ba pelo ya hao e sa bakeng, o ikekeletsa kgalefo mohla letsatsi leo ka lona Modimo a tla bonahatsa kgalefo ya hae le kahlolo ya hae e lokileng. Modimo o tla putsa e mong le e mong ho ya ka diketso tsa hae. Ba batlang tlotla le hlompho le ho se shwe, ka ho tiisetsa ho etsa tse lokileng, o tla ba nea bophelo bo sa feleng. Empa ba ithatang bobona, ba sa lateleng nnete, ba mpang ba latela bokgopo, ba tla putswa ka kgalefo le bohale. Matshwenyeho le mahlomola a tla tlela motho ka mong ya etsang bobe, Mojuda pele, le yena moditjhaba. Empa tlotla, le hlompho, le kgotso e tla ba tsa e mong le e mong ya etsang tse lokileng, Mojuda pele, le yena moditjhaba. Modimo ha a ye ka tshobotsi. Bohle ba sitilweng ba sa tsebe Molao wa Moshe, ba tla timela ba ntse ba sa tsebe Molao oo, empa bohle ba sitilweng ba ntse ba tseba Molao wa Moshe, ba tla ahlolwa ka Molao oo. Ba lokileng pela Modimo hase ba utlwang Molao ka ditsebe feela, empa ba phethang Molao ke bona ba tla lokafatswa. Ha baditjhaba ba sa tsebeng Molao wa Moshe, ba phetha ditaelo tsa Molao ka bobona, bona bao ba sa tsebeng Molao wa Moshe, molao wa bona ke bona ka sebele. Ba bontsha hore mesebetsi ya Molao e ngotswe dipelong tsa bona; matswalo a bona a ntse a ba pakela, ha mehopolo ya bona e ba qosa kapa e ba emela. Ho ya ka molaetsa o molemo, oo ke o bolelang, ho tla ba jwalo mohla letsatsi leo ka lona Modimo a ahlolang diphiri tsa batho ka Jesu Kreste. Jwale wena ya bitswang Mojuda, o tshepile Molao, o ithorisa ka Modimo, o tseba thato ya hae, o tseba ho kgetha tse fetisang ka bohlokwa, kaha o rutilwe Molao. O ikgodisitse hore o motsamaisi wa difofu, lesedi la ba lefifing, morupedi wa dithoto, moruti wa ba esong ho be le kutlwisiso, le hore o fumane tsebo le nnete yohle Molaong. Wena ya rutang ba bang, na o a ithuta? Wena ya bolelang hore ho se ke ha utsuwa, na ha o utswe? Wena o reng ho se ke ha fejwa, na ha o febe? Wena ya nyonyang medimo ya bohata, na ha u utswe tsa ditempele? Wena ya ithorisang ka Molao, na ha o hlompholle Modimo ka ho tlola Molao oo? Lebitso la Modimo le nyefolwa hara ditjhaba ka baka la lona, jwalokaha ho ngotswe. Efela lebollo le na le thuso ha o boloka Molao, empa ha o itlwaeditse ho tlola Molao, ho bolla ha hao ho tshwana le boqai. Ha leqai le boloka ditaelo tsa Molao, na leqai leo le ke ke la nkwa le bolotse? Ha leqai leo le phetha Molao, le tla o ahlola, wena ya itlwaeditseng ho tlola Molao, leha o ntse o ena le buka ya Molao, mme o bile o bolotse. Hantlentle Mojuda wa nnete hase eo e leng yena ka tshobotsi, esita le lebollo la nnete hase letshwao le ka bonwang nameng, empa Mojuda wa nnete ke eo e leng yena ka pelong, le lebollo la nnete ke la pelo. Lona ke mosebetsi wa Moya o Halalelang, e seng taba ya buka ya Molao feela. Thoriso ya hae e tswa ho Modimo, e seng ho batho. Ha ho le jwalo, Mojuda o feta moditjhaba ka eng? Ka tse ngata. Kapa molemo wa lebollo ke ofe? E mengata. Haholoholo ke hobane Bajuda ba tshepetswe ho boloka dipolelo tsa Modimo. Jwale haeba ba bang ba sa ka ba tshepahala, na ho se tshepahale hoo ha bona ho ka fedisa ho tshepahala ha Modimo? Le kgale! Batho bohle ba leshano, athe Modimo o na le nnete, jwalokaha ho ngotswe ka yena, ho thwe: “O tla fumanwa o lokile dipolelong tsa hao, o tla hlola nyewe ha o qoswa.” Empa ha ho se loke ha rona ho totobatsa ho loka ha Modimo, re tla reng? Na Modimo ha a na toka ha a re otla? Ke bua ka mokgwa wa batho. Le kgale! Ho seng jwalo, Modimo a ka ahlola lefatshe jwang? Empa haeba ka leshano la ka, nnete ya Modimo e bonahala ho feta, mme hona ho mo tlotlisa, ke ka baka lang ha ke ntse ke ahlolwa jwaloka moetsadibe? Na ha ho molemo hore re etse bobe, e le hore tse molemo di tle di hlahe, jwalokaha ba bang ba re etseletsa, ka ho re re rialo? Bona ba lokelwa ke kahlolo. Jwale? Na re feta ba bang? Le hanyenyane! Re se re bontshitse hore Bajuda le baditjhaba, bohle ba matleng a sebe, jwalokaha ho ngotswe, ho thwe: “Ha ho le ya mong ya lokileng, ha ho ya utlwisisang, ha ho ya batlang Modimo; bohle ba kgelohile, kaofela ha ba na thuso; ha ho ya etsang ho lokileng, leha a le mong. Mmetso ya bona ke lebitla le ahlamileng, ba bolela leshano ka maleme a bona, mahloko a marabe a tswa melomong ya bona, lehano la bona le tletse mahlapa le tse babang; maoto a bona a bobebe ha ba ya tsholla madi, tshenyeho le bosoto di mehlaleng ya bona, mme tsela e isang kgotsong, ha ba e tsebe. Ho tshaba Modimo, ha ho yo ho bona.” Jwale re tseba hore tsohle tseo Molao wa Moshe o di bolelang, o di bolella ba leng tlasa Molao oo, hore ho se be ya ka itatolang, mme lefatshe lohle le tle le be tlasa kahlolo ya Modimo. Ka baka leo, ha ho motho ya ka lokafatswang pela Modimo ka ho phetha Molao, hobane ke ka Molao re nang le tsebo e tletseng ya sebe. Empa jwale ho lokafatswa ke Modimo ho bonahaditswe e le ho sa itshetleheng ka Molao; hona ho pakwa ke Molao le Baporofeta. Ke ka ho dumela ho Jesu Kreste, Modimo a lokafatsang bohle ba dumelang, ho se kgethollo. Bohle ke baetsadibe, ba ikamohile tlotla ya Modimo. Empa ba lokafatswa feela ka mohau wa hae, ka ho lopollwa ke Kreste Jesu. Ke yena eo Modimo a mo kgethileng hore ka madi a hae a tsholohileng, dibe tsa batho di lefellwe, ha ba ena le tumelo. Modimo o bontshitse ho loka ha hae ka ho iphapanyetsa dibe tsa mehla e fetileng, nakong ya mamello ya hae. Le nakong ya jwale o sa bontsha ho loka ha hae; o bontsha hore yena o lokile, mme o lokafatsa ya dumelang ho Jesu. Ha ho le jwalo, ho ka ithorisetswang? Le letho! Ka eng? Na ke ka diketso? Tjhe, ke ka tumelo. Re dumela hore motho o lokafatswa ka tumelo, e seng ka ho phetha Molao. Kapa Modimo ke wa Bajuda feela? Na hase le wa baditjhaba? E, baditjhaba le bona ke wa bona, kaha Modimo o mong feela ya tla lokafatsa Bajuda ka tumelo, le baditjhaba ka tumelo. Ha ho le jwalo, na ka tumelo ee re etsolla Molao? Le kgale, re mpa re tiisa Molao oo. Jwale re tla botsa, re re: Na Aborahama, moholoholo wa rona, o iphumanetse eng ka boyena? Haeba Aborahama a lokafaditswe ka baka la diketso tsa hae, o na le seo a ka ithorisang ka sona, empa a ke ke a ithorisa pela Modimo. Ana Mangolo a reng? A re: “Aborahama o ile a dumela ho Modimo, mme hoo a ho ballwa e le ho loka.” Ha motho a sebeditse, moputso wa hae ha o balwe e le mpho, empa o balwa e le seo a se sebeleditseng. Empa ya sa sebetseng, a mpa a dumela ho ya lokafatsang ya kgopo, o ballwa tumelo ya hae e le ho loka. Le yena Davida o bua ka lehlohonolo la motho eo Modimo a mmallang ho loka a sa re letho ka diketso tsa hae, ha a re: “Ho lehlohonolo ba tshwaretsweng ditlolo tsa bona, le bao dibe tsa bona di hlakotsweng; ho lehlohonolo motho eo Morena a sa tlo mmalla sebe.” Ebe lehlohonolo lee ke la ba bolotseng feela, kapa le la maqai? Re re: “Aborahama o ile a ballwa tumelo ya hae e le ho loka.” Jwale o ile a e ballwa neng? A se a bolotse kapa e sa le leqai? A eso bolle, e sa le leqai. Hamorao a amohela letshwao la lebollo ho paka ho loka ha hae, hoo a ho fihletseng ka tumelo a eso bolle. Kahoo ya eba ntata bohle ba dumelang leha ba sa bolla, hore ba tle ba ballwe ho loka. Hape ke ntata ba bolotseng, e seng feela hobane ba bolotse, empa e le hobane ba latela mehlala ya tumelo eo ntata rona Aborahama a bileng le yona a eso bolle. Tshepiso ya hore Aborahama e tla ba mojalefa wa lefatshe ha e a ka ya etsetswa yena, kapa ditloholo tsa hae, ka baka la Molao, empa ka baka la ho loka ho tswang tumelong. Ha majalefa e le majalefa ka baka la Molao, tumelo e fetoha lefeela, mme tshepiso ha e sa na thuso, hobane Molao o tlisa kgalefo ya Modimo; athe moo ho se nang molao, tlolo ya molao ha e yo. Ka baka leo, majalefa ke majalefa ka baka la tumelo, e le hore ka mohau wa Modimo tshepiso e tle e akareletse le ditloholo tsohle tsa Aborahama, e seng feela tse tlasa Molao wa Moshe, empa e leng tse nang le tumelo e kang ya Aborahama, ntata rona bohle, jwalokaha ho ngotswe, ho thwe: “Ke o entse ntata ditjhaba tse ngata.” Ke ntata rona pela Modimo eo a dumetseng ho yena, ya tsosang bafu, le ya laelang tse siyo jwaloka hoja di le teng. Leha lebaka la ho tshepa le ne le le siyo, Aborahama o ile a dumela ka tshepo hore e tla ba ntata ditjhaba tse ngata, ho ya ka se boletsweng, ha ho thwe: “Ditloholo tsa hao di tla ba kaalo.” Ha a a ka a fokola tumelong, ha a nahana hore e se e le mobu, kaha a ne a le dilemo tse ka bang lekgolo, le hore Sara a ke ke a hlola a pepa. Ha a a ka a belaela tshepiso ya Modimo ka ho se dumele, empa a matlafatswa ke tumelo, a tlotlisa Modimo. O ne a kgodisehile ka botlalo hore seo Modimo a mo tshepisitseng sona o na le matla a ho se etsa. Ka baka leo, hona a ho ballwa e le ho loka. Jwale, hore tumelo o e baletswe e le ho loka, ha ho a ngolwa ka baka la Aborahama feela, empa ho ngotswe ka baka la rona, ba seng ba tla e ballwa, ba dumelang ho ya tsositseng Jesu, Morena wa rona, bafung, ya ileng a neelwa lefu ka baka la dibe tsa rona, mme a tsoswa hore re tle re lokafatswe. Jwale, erekaha re lokafaditswe ka tumelo, re na le kgotso le Modimo ka Morena wa rona Jesu Kreste. Ke ka yena re bileng le hona ho amohelwa ka baka la tumelo mohaung ona oo re leng ho wona, mme re motlotlo ka ho ba le tshepo ya ho abelwa tlotla ya Modimo. Ho feta mona, re motlotlo le hara matshwenyeho, ka ho tseba hore matshwenyeho a hlahisa mamello, mamello ke bopaki ba hore re amohelehile, ho amoheleha hoo ho hlahisa tshepo, mme tshepo eo ha e swabise, hobane dipelo tsa rona di tlatsitswe lerato la Modimo ke Moya o Halalelang oo re o neilweng. Efela ha re ne re sa ntse re fokola, Kreste o ile a shwela ba kgopo, ka nako e beilweng. Ho thata hore motho a shwele ya lokileng; mohlomong motho a ka beta pelo ho shwela ya molemo, empa Modimo o bontshitse lerato la hae ho rona, ka hore Kreste a re shwele ha re ne re sa le baetsadibe. Erekaha jwale re lokafaditswe ka madi a hae, re tla pholoswa ka yena bohaleng ba Modimo ho feta hakaakang! Haeba re boelantswe le Modimo ka lefu la Mora wa hae, ha re ne re sa ntse re le dira tsa Modimo, re tla pholoswa ho feta hakaakang ka bophelo ba Kreste, ha re se re boelantswe le Modimo! Ho feta mona, re ithorisa ka Modimo, ka baka la Morena wa rona Jesu Kreste, eo jwale re fumaneng poelano ka yena. Sebe se kene lefatsheng ka motho a le mong, le lefu le kene ka sebe; ka mokgwa o jwalo lefu le fetetse ho batho bohle, hobane bohle ba entse sebe. Le pele Molao o eba teng, sebe se ne se se se le teng lefatsheng, empa sebe ha se balwe e le sebe ha molao o le siyo. Leha ho le jwalo, lefu le ile la busa ho tloha ho Adama ho fihlela ho Moshe, esita le hodima ba sa kang ba etsa sebe ka tshito e tshwanang le ya Adama. Adama eo o tshwantsha ya neng a tla tla. Empa mpho ya mohau ha e jwaloka tshito, hobane ha e le moo bohle ba ile ba shwa ka tshito ya motho eo a le mong, mohau wa Modimo le mpho e filweng bohle ka mohau wa motho a le mong, e leng Jesu Kreste, tsona di kgolo ho feta hakaakang! Hape mpho eo ha e tshwane le sebe sa motho eo a le mong, Adama, hobane kahlolo e latetseng sebe seo se le seng e bile kotlo, athe mpho ya mohau e latetseng ditshito tse ngata e bile tokafatso. Ha e le mona, ka tshito ya motho a le mong, e leng Adama, lefu le qadile ho busa ka baka la motho eo a le mong feela, ba amohelang mohau o mongata le mpho e kgolo ya ho loka, bona ba tla busa ho feta hakaakang bophelong, ka baka la motho a le mong, Jesu Kreste! Jwalokaha bohle ba ahlotswe ka baka la tshito ya motho a le mong, ka mokgwa o jwalo bohle ba lokafatswa le ho phediswa ka ketso e lokileng ya motho a le mong. Jwalokaha ba bangata ba entswe baetsadibe ka ho se mamele ha motho a le mong, ka mokgwa o jwalo ba bangata ba tla etswa ba lokileng ka ho mamela ha motho a le mong. Molao o ile wa eba teng hore tshito e tle e ate, empa moo sebe se atileng teng, mohau o ba mongata ka ho fetisisa. Ka baka leo, jwalokaha sebe se ile sa busa ka lefu, ka mokgwa o jwalo mohau o busa ka ho loka ho isang bophelong bo sa feleng, ka Jesu Kreste, Morena wa rona. Jwale re tla reng? Na re tla tswela pele ho etsa sebe hore mohau o tle o ate? Le kgale! Rona ba shweleng ka nqeng ya sebe, re ka nna ra phela ho sona jwang? Kapa ha le tsebe hore rona bohle ba kolobeleditsweng ho Jesu Kreste, re kolobeleditswe lefu la hae? Ka kolobetso re epetswe le yena, ra ba le kabelo lefung la hae, e le hore, jwalokaha Kreste a tsohile bafung ka matla a tlotlehang a Ntatae, ka mokgwa o jwalo le rona re tle re phele bophelo bo botjha. Ha re se re entswe ntho e le nngwe le Kreste ka lefu le tshwanang le la hae, re tla ba jwalo le ka tsoho e tshwanang le ya hae. Re a tseba hore botho ba rona ba kgale bo thakgisitswe le yena, hore boleng ba rona bo buswang ke sebe bo timetswe, re tle re se hlole re eba makgoba a sebe, hobane ya shweleng o lokolotswe sebeng. Haeba re shwele le Kreste, le teng re dumela hore re tla phela le yena; kaha re tseba hore Kreste ya tsohileng bafung ha a ka ke a hlola a eshwa hape, lefu ha le sa na matla hodima hae. Ho shweng ha hae, o shwele hanngwe feela ka nqeng ya sebe, empa ho pheleng ha hae, o phelela Modimo. Ka mokgwa o jwalo le lona le inke le le ba shweleng ka nqeng ya sebe, empa le le ba phelelang Modimo ho Kreste Jesu. Ha ho le jwalo, sebe se se ke sa busa mmeleng ya lona e shwang, sa etsa hore le mamele ditakatso tsa botho. Le se ke la hlola le neela sebe ditho tsa lona, hore e be dihlomo tsa ho se loke; le mpe le ineele Modimo le le ba phelang, ba tsohileng bafung; le neele Modimo ditho tsa lona, hore e be dihlomo tsa ho loka. Sebe se ke ke sa ba le matla hodima lona, hobane ha le sa le tlasa Molao, empa le tlasa mohau. Jwale? Na re tla etsa sebe, kahobane re se tlasa Molao, re mpa re le tlasa mohau? Le kgale! Na ha le tsebe hore ha le ineela motho ho ba makgoba a hae le ho mo mamela, le makgoba a eo le mo mamelang; e bang ke sebe se isang lefung, kapa mamelo e isang ho lokeng? A ho lebohuwe Modimo, hobane le ne le le makgoba a sebe, empa le mametse ka dipelo tsa lona tsohle mofuta wa thuto eo le e neilweng. Le lokolotswe sebeng, le entswe makgoba a ho loka. Ke bua ka mokgwa wa batho ka baka la bofokodi ba lona ba botho. Jwalokaha le ne le neelane ka ditho tsa lona ho ba makgoba a manyala le a bokgopo, hore le be kgopokgopo, ka mokgwa o jwalo, kajeno neelanang ka ditho tsa lona ho ba makgoba a ho loka hore le tle le halalele. Ha le ne le sa le makgoba a sebe, le ne le sa laolwe ke ho loka. Jwale ke dife tseo le ileng la di kotula nakong eo, ka ho etsa tseo, tse le hlabisang dihlong kajeno? Qetello ya tsona ke lefu. Empa kajeno le lokolotswe sebeng, le entswe makgoba a Modimo, le kotula tse le halaletsang, mme qetello ya tsona ke bophelo bo sa feleng. Moputso wa sebe ke lefu, empa mpho ya mohau, ya Modimo, ke bophelo bo sa feleng ho Kreste Jesu, Morena wa rona. Bana beso, na ha le tsebe hore molao o busa motho ka nako yohle eo a ntseng a phela ka yona? Etswe ke bua le ba tsebang molao. Mosadi ya nyetsweng o tlameletswe ke molao ho monna wa hae, ha monna a ntse a phela, empa ha monna a shwele, o lokolotswe molaong wa monna. Ka baka leo, ha monna wa hae a ntse a phela, o tla bitswa mofebi ha e ka ba wa monna e mong, empa ha monna wa hae a shwele, mosadi o lokolotswe molaong, hore e se be mofebi ha e ka ba wa monna e mong. Ka mokgwa o jwalo, bana beso, le lona le shwele ka nqeng ya Molao wa Moshe, ka baka la ho ba mmele wa Kreste, hore le be ba e mong: Ke ho re le be ba ya tsohileng bafung, e le hore re tle re etse mosebetsi wa Modimo. Ha re ne re sa ntsane re phela ka tsa botho, ditakatso tsa sebe tse leotswang ke Molao di ne di sebetsa dithong tsa rona, hore di tle di etse mosebetsi wa lefu. Empa jwale, kaha re shwele ka nqeng ya se neng se re tshwere, re lokolotswe Molaong, hore re sebeletse Modimo ka moya o motjha, e seng ka Molao wa kgale. Jwale re tla reng? Na Molao ke sebe? Le kgale! Leha ho le jwalo, nka be ke sa tsebe sebe hoja e se be ka Molao; le takatso nka be ke sa e tsebe, ha Molao o ne o sa re: “O se ke wa lakatsa.” Ka taelo eo sebe se ile sa fumana monyetla wa ho hlahisa ka ho nna ditakatso tsa mefuta yohle, hobane ha molao o le siyo, sebe se shwele. Pelepele, ho eso be le Molao, ke ne ke ikutlwa ke phela, empa ha taelo e se e le teng, sebe sa qala ho phela, mme nna ka shwa. Taelo e neng e tshwanetse ho tlisa bophelo, ka fumana e ntlisetsa lefu, hobane ka taelo eo sebe se ile sa fumana monyetla wa ho nthetsa, mme ka yona sa mpolaya. Ka hona molao o a halalela, le taelo e a halalela, e lokile, e molemo. Na ke ho re ntho e molemo ee e ntliseditse lefu? Le kgale! Ke sebe se ntliseditseng lefu ka ntho ena e molemo, hore se tle se bonahale e le sebe. Ka taelo, sebe e tla ba sebe ka ho fetisisa. Re a tseba hore Molao ke wa moya, athe nna ke wa nama, ke lekgoba la sebe. Ha ke tsebe seo ke se etsang, hobane seo ke ratang ho se etsa ha ke se etse, empa ke etsa seo ke se nyonyang. Ha ke etsa seo ke sa rateng ho se etsa, hona ke ho dumela hore molao o nepahetse. Jwale ha e sa le nna ya se etsang, empa se etswa ke sebe se ahileng ka ho nna. Ke a tseba hore ha ho tse lokileng ka ho nna, ke ho re ka bothong ba ka, hobane le hoja ke rata ho etsa tse ntle, empa ketso ha e tshwane le thato. Tse lokileng tseo ke ratang ho di etsa ha ke di etse, empa ke etsa tse mpe tseo ke sa di rateng. Haeba ke etsa seo ke sa se rateng, ha e sa le nna ya se etsang, empa se etswa ke sebe se ahileng ka ho nna. Jwale ke fumana ho le tjena: Ha ke rata ho etsa tse ntle, ke etsa tse mpe. Bothong ba ka ba moya ke thabela Molao wa Modimo, empa bothong ba ka ba nama ho teng molao osele, o lwantshanang le molao wa kelello ya ka, o nkenyang ditlamong tsa molao wa sebe o teng bothong ba ka. Ke motho ya soto hakaakang! Ke mang ya tla ntokolla boemong boo bo nkisang lefung? A ho lebohuwe Modimo ya re lokolotseng ka Jesu Kreste, Morena wa rona! Nna, ka bonna, ke sebeletsa Molao wa Modimo ka kelello feela, empa ka botho ke sebeletsa molao wa sebe. Jwale he, ba leng ho Kreste ha ba sa tla ahlolwa, hobane molao wa Moya o Halalelang o re phedisang ho Kreste Jesu o ntokolotse molaong wa sebe le lefu. Seo Molao o neng o sitwa ho se etsa, ka baka la ho fokola ha botho, Modimo o se entse. Ka ho roma Mora wa hae e le sehlabelo sa sebe, a inketse botho bo tshwanang le ba baetsadibe, Modimo o ahlotse sebe bothong. Hona ho entse hore se batlwang ke Molao se tle se phethwe ke rona ba laolwang ke Moya, e seng ke botho. Ba laolwang ke botho ba thahasella tsa botho, empa ba laolwang ke Moya ba thahasella tsa Moya, mme ho thahasella tsa botho ho tlisa lefu, empa ho thahasella tsa Moya ho tlisa bophelo le kgotso. Ya thahasellang tsa botho ke sera sa Modimo: Ha a ikokobetse tlasa Molao wa Modimo, etswe o a sitwa. Ba laolwang ke botho ba sitwa ho kgahlisa Modimo. Lona ha le laolwe ke botho, le laolwa ke Moya, haeba Moya wa Modimo o fela o phela ka ho lona; athe ha motho a se na Moya wa Kreste, hase wa Kreste. Empa haeba Kreste a phela ka ho lona, mmele o tla shwa ka baka la sebe, athe Moya o Halalelang o tla le phedisa ka baka la ho lokafatswa ha lona. Haeba Moya wa ya tsositseng Jesu bafung o phela ka ho lona, ya tsositseng Kreste bafung o tla phedisa le mmele ya lona e shwang, ka Moya wa hae o phelang ka ho lona. Ka baka leo, bana beso, ha re a tlangwa ke botho hore re phele ka ho ya ka botho. Ha le phela ka ho ya ka botho, le tla shwa, empa haeba le bolaya diketso tsa botho ka Moya, le tla phela. Bohle ba tsamaiswang ke Moya wa Modimo ke bana ba Modimo. Moya oo le o amohetseng hase moya wa bokgoba o boelang o le tshabisa, empa ke moya o le etsang bana ba Modimo, oo re howang ka wona, re re: “Abba!” ke ho re: “Ntate!” Ka sebele sa wona, Moya wa Modimo o pakelana le meya ya rona hore re bana ba Modimo. Ha re le bana ba Modimo, re majalefa, majalefa a Modimo; re majalefa hammoho le Kreste, ha re fela re ena le kabelo mahlokong a hae, hore re tle re be le kabelo tlotlisong ya hae. Ke hopola hore bohloko ba nako ya jwale ha bo lokele ho lekanngwa le tlotla eo re tla e senolelwa. Dihlodilweng tsohle di lebeletse ka tlholohelo e kgolo ho bonahatswa ha bana ba Modimo, hobane dihlodilweng di beilwe pusong ya lefeela, e seng ka ho rata ha tsona, empa e le ka baka la ya di beileng pusong ya lona. Leha ho le jwalo, tshepo e teng ya hore le tsona dihlodilweng di tla lokollwa bokgobeng ba tshenyeho, di be le kabelo tokolohong e tlotlehang ya bana ba Modimo. Re a tseba hore, ho fihlela jwale, dihlodilweng tsohle di fehelwa hammoho, mme di utlwa bohloko bo kang ba pelehi. Hase tsona feela, empa le rona, ba neilweng Moya e le mpho ya ho qala ya Modimo, re fehellwa ka dipelong, re ntse re lebeletse hore Modimo a re amohele re le bana ba hae, mme a lopolle le mmele ya rona. Re pholositswe ka ho lebella ka tshepo, empa ho lebella se seng se le teng ha e sa le ho tshepa, hobane motho a ka lebella jwang seo a seng a ena le sona? Empa ha re tshepile ho fumana seo re esong ho be le sona, re se lebella ka mamello. Ka mokgwa o jwalo Moya o re thusa bofokoding ba rona, hobane ha re tsebe ho rapela ka mokgwa o tshwanelang, empa Moya ka bowona o re rapella ka mefehelo e ke keng ya bolelwa. Ya bonang se ka dipelong, o tseba sepheo sa Moya, hobane Moya o rapella badumedi ho ya ka thato ya Modimo. Jwale re a tseba hore ba ratang Modimo, ba bitsitsweng ka morero wa hae, tsohle di ba tlisetsa molemo. Bao a ba tsebileng e sa le pele, o ba kgethile e sa le pele hore ba tshwane le Mora wa hae, e le hore Mora e be letsibolo hara bana ba bangata ba Modimo. Bao a ba kgethileng e sa le pele, o bile o ba bitsitse; bao a ba bitsitseng, o bile o ba lokafaditse; bao a ba lokafaditseng, o bile o ba tlotlisitse. Jwale re tla reng ka ditaba tsee? Ha Modimo a eme le rona, ke mang ya ka re lwantshang? Ha e le moo a sa ka a qenehela Mora wa hae ka sebele, a mpa a mo neetse lefu ka baka la rona bohle, na a ke ke a re nea dintho tsohle hammoho le yena na? Ke mang ya tla qosa bakgethwa ba Modimo, athe Modimo o a ba lokafatsa? Ke mang ya ka ba ahlolang, athe Kreste Jesu o ile a shwa, a ba a tsoha bafung, yena ya leng ka letsohong le letona la Modimo, ya bileng a re rapellang? Ke mang he, ya tla re arohanya le lerato la Kreste? Na ke matshwenyeho, kapa ditlallo, kapa tlhoriso, kapa tlala, kapa tlhobolo, kapa kotsi, kapa sabole? Jwalokaha ho ngotswe, ho thwe: “Ke ka baka la hao re bolawang ka mehla, re nkwang re le dinku tse hlajwang.” Empa dinthong tsena tsohle re hlola ka mokgwa o phethehileng ka ya re ratileng. Ke kgodisehile hore leha e le lefu kapa bophelo, leha e le mangeloi, leha e le meya e meng e busang kapa e matla, leha e le tse teng kapa tse tlang ho ba teng, leha e le tse hodimo kapa tse tlase, leha e le sebopuwa sefe kapa sefe, di ke ke tsa re arohanya le lerato la Modimo, leo a re bontshitseng lona ka Kreste Jesu, Morena wa rona. Ka Kreste, ke bua nnete, ha ke bue leshano; le letswalo la ka le buswang ke Moya o Halalelang, le a mpakela hore ka pelong ya ka ke na le maswabi a maholo le bohloko bo sa kgaotseng. Ke ne nka lakatsa hore ke be ya rohakehileng, ya arohantsweng le Kreste, bakeng sa baheso, bao ke leng seng le bona ka tswalo. Ke Baiseraele, ke ba entsweng bana ba Modimo, ke ba neilweng tlotla, le dilekane, le Molao, le tshebeletso ya nnete ya Modimo, le ditshepiso. Ke ditloholo tsa baholoholo, ke bao Kreste a tswileng ho bona ka tswalo, yena eo e leng Modimo, ya renang hodima tsohle, ya bokwang ka ho sa feleng. A ho be jwalo! Empa hase hore lentswe la Modimo ha le a ka la atleha, hobane hase hore ditloholo tsohle tsa Iseraele ke Baiseraele ba sebele. Hape hase hore ditloholo tsohle tsa Aborahama ke bana ba hae, empa ho ngotswe, ho thwe: “Ke ditloholo tsa Isaka tse tla bitswa bana ba hao.” Hona ke ho bolela hore bao e leng bana ba Modimo hase ba tswetsweng ka mokgwa o tlwaelehileng, empa ba tswetsweng ka ho ya ka tshepiso, ke bona ba nkwang e le ditloholo tsa sebele; etswe mantswe a tshepiso a re: “Ka yona nako ena ke tla tla hape, mme Sara o tla be a se a ena le mora.” Empa hase ho fela. Rebeka o ile a emola mafahla ka ntata rona Isaka. Yare bana ba eso tswalwe, ba eso etse letho le letle kapa le lebe, hore morero wa Modimo, o yang kamoo a ikgethelang kateng, o tle o tiye, e se be o tswalwang ke diketso, e mpe e be o tswang ho ya bitsang, ho ile ha thwe ho Rebeka: “E moholo o tla sebeletsa e monyenyane;” jwalokaha ho ngotswe, ho thwe: “Ke ratile Jakobo ho ena le Esau.” Jwale re tla reng? Na Modimo ha a na toka? Le kgale! O itse ho Moshe: “Ke tla hauhela eo ke mo hauhelang, ke utlwele bohloko eo ke mo utlwelang bohloko.” Ka baka leo, hase taba ya thato kapa ya boiteko ba motho, empa ke ya mohau wa Modimo, hobane Mangolong ho itswe ho Faro: “Ke o entse kgosi ka lebaka lona lena: hore ke bontshe matla a ka ka wena, le hore lebitso la ka le tume lefatsheng lohle.” Ka baka leo, Modimo o a hauhela, ha a rata; le teng ha a rata, o a thatafatsa. Jwale o tla re ho nna: “Ke ka baka lang Modimo a sa ntseng a bona phoso ho motho? Ke mang ya ka hanyetsang thato ya hae?” Motho towe, o mang wena o ka arabisanang le Modimo? Na ntho e bopilweng e ka re ho ya e bopileng: “Keng ha o mpopile tjee?” Na sebopi sa dipitsa ha se na matla hodima letsopa, a ho etsa ka kgwabi e le nngwe pitsa tse pedi, e nngwe e le ya mesebetsi e kgethehileng, e nngwe e le ya mesebetsi ya kamehla? Re ka reng, haeba Modimo a ne a rata ho bontsha kgalefo ya hae, le ho tsebahatsa matla a hae, mme a mameletse ka boiphapanyo bo boholo dibopuwa tseo a neng a di halefetse, tse loketseng ho timela? Hape o ne a rata ho tsebahatsa boholo ba tlotla ya hae hodima dibopuwa tse hauhetsweng, tseo a di lokiseditseng tlotla e sa le pele; e leng rona bao a ba bitsitseng, e seng hara Bajuda feela, empa le hara baditjhaba. Ho jwalokaha a bolela bukeng ya Hosea, a re: “Setjhaba seo e neng e se sa ka, ke tla se bitsa setjhaba sa ka; le mosadi ya neng a sa ratwe, ke tla mmitsa moratuwa, mme ho tla etsahala hore moo ho neng ho itswe ho bona: Ha le setjhaba sa ka, hona teng ba tla bitswa bana, bana ba Modimo ya phelang.” Le yena Esaya o phatlalatsa tsa Iseraele, o re: “Leha palo ya bana ba Iseraele e ka ba kaalo ka lehlabathe la lewatle, ke methwaela feela e tla pholoha, hobane Morena o tla phethahatsa kahlolo ya hae lefatsheng ka ho tlala, le hona ka potlako.” Ho jwalokaha Esaya a boletse pele, a re: “Hoja Morena wa mabotho a sa ka a re siela mahlatsipa, re ka be re le ile ra ba jwaloka Sodoma, re ka be re ile ra tshwana le Gomora.” Jwale re tla reng? Re re baditjhaba ba neng ba sa labalabele ho loka ba fumane ho loka, e le ho loka ho tswang tumelong. Empa Baiseraele ba neng ba labalabela molao o lokafatsang ha ba a ka ba o fumana. Hobaneng? Hobane ba ne ba shebile diketso, e seng tumelo. Ba kgopilwe ke lejwe le kgopang, jwalokaha ho ngotswe, ho thwe: “Bonang, Sione ke bea lejwe le kgopang, lefika la kgopiso, empa ya dumelang ho lona ha a ka ke a hlajwa ke dihlong.” Bana beso, takatso ya pelo ya ka, le thapelo eo ke ba rapellang ka yona ho Modimo, ke hore ba pholoswe. Ke paki ya bona ya hore ba tjhesehela Modimo, leha e se ka tsebo ya nnete. Ka ho se tsebe kamoo Modimo a lokafatsang batho kateng, mme ka ho batla ho thea ho loka hoo e leng ha bona, ha ba a ka ba ikokobetsa tlasa ho loka ho tswang ho Modimo, hobane Kreste ke yena qetello ya Molao, ho lokafatsa mang le mang ya dumelang. Moshe ha a ngola ka ho loka ho tswang Molaong, o re: “Motho ya phethang Molao o tla phela ka hona.” Empa ha ho buuwa ka ho loka ho tswang tumelong, ho thwe: “O se ke wa re ka pelong ya hao: Ke mang ya tla nyolohela lehodimong? ” hore a yo theola Kreste teng. “Kapa: Ke mang ya tla theohela botebong ba lefatshe? ” hore a yo nyolla Kreste bafung. Ho thweng hape? “Lentswe le haufi le wena, le molomong wa hao le ka pelong ya hao,” e leng lentswe la tumelo, leo re le phatlalatsang. Ha o bolela Morena Jesu ka molomo wa hao, mme o dumela ka pelong ya hao hore Modimo o mo tsositse bafung, o tla pholoswa. Motho o dumela ka pelo hore a tle a lokafatswe, mme o bolela tumelo ya hae ka molomo hore a tle a pholoswe, hobane Mangolo a re: “Mang le mang ya dumelang ho yena ha a ka ke a hlajwa ke dihlong.” Ha ho kgethollo pakeng tsa Mojuda le moditjhaba, hobane Kreste ke yena Morena wa bohle, ya ruisang bohle ba mo rapelang. Mang le mang ya tla rapela Morena, o tla pholoswa. Ha ho le jwalo, ba ka rapela jwang eo ba sa dumelang ho yena? Ba ka dumela jwang eo ba sa kang ba utlwa tsa hae? Ba ka di utlwa jwang ho se ya di bolelang? Ba ka di bolela jwang ha ba sa rongwa? Ho jwalokaha ho ngotswe, ho thwe: “A matle hakaakang maoto a ba phatlalatsang molaetsa o molemo!” Empa hase bohle ba mametseng molaetsa o molemo, hobane Esaya o itse: “Morena, ke mang ya dumelang seo re se bolelang?” Jwale tumelo re e fumana ka ho utlwa, mme seo re se utlwang ke lentswe la Kreste. Empa ke a botsa: Na ha ba a ka ba utlwa? Ba fela ba utlwile. “Lentswe la bona le utlwahetse lefatsheng lohle, mme dipolelo tsa bona di fihlile dipheletsong, di fihlile pheletsong tsa lefatshe.” Jwale ke re: Na Baiseraele ha ba a ka ba utlwisisa? Moshe o ne a se a ile a re: “Nna ke tla le bakela lefufa ka bao e seng setjhaba, ke tla le halefisa ka setjhaba se sethoto.” Esaya yena o bile sebete hoo a ileng a re: “Ke fumanwe ke ba neng ba sa mpatle, ke itshenoletse ba neng ba sa botse letho ka nna.” Athe ho Baiseraele o itse: “Ke qetile tsatsi lohle ke otlolletse matsoho a ka setjhabeng se sa mameleng, se hanyetsang.” Jwale ke a botsa: Na Modimo o lahlile setjhaba sa hae na? Le kgale! Le nna ke Moiseraele, ke setloholo sa Aborahama, ke wa leloko la Benjamine. Modimo ha a a lahla setjhaba sa hae seo a se tsebileng e sa le pele. Kapa na ha le tsebe seo Mangolo a se bolelang ka Elia, ha a ne a lla ho Modimo ka Baiseraele, a re: “Morena, ba bolaile baporofeta ba hao, ba dihile dialetare tsa hao; ke setse ke le mong, mme ba batla ho mpolaya.” Empa Modimo o mo arabile jwang? O re: “Ke ipoloketse banna ba kete tse supileng, ba sa kang ba kgumamela Baale.” Le nakong ya jwale ho ntse ho le jwalo: methwaela e setseng e teng e ileng ya kgethwa ka mohau wa Modimo. Empa haeba e le ka mohau, ha e sa le ka baka la diketso; ho seng jwalo, mohau ha e sa le mohau. Jwale? Seo Baiseraele ba neng ba se batla, ha ba a ka ba se fumana, empa bakgethwa ba se fumane. Ha e le ba bang ba thotofaditswe, jwalokaha ho ngotswe, ho thwe: “Modimo o ba neile moya o se nang kutlwisiso, mahlo a sa boneng, le ditsebe tse sa utlweng, ho fihlela kajeno-ya-bokajeno.” Le Davida o re: “Dijo tsa bona e ke e be leraba le letlowa, di etse hore ba we, mme ba otlwe; mahlo a bona a fifale, ba se ke ba bona; o kotlobanye mekokotlo ya bona kamehla.” Jwale ke a botsa: Na Baiseraele ba ile ba kgoptjwa hore ba wele ruri? Le kgale! Empa ka baka la tshito ya bona, ho pholoswa baditjhaba, e le hore Baiseraele ba tle ba be lefufa. Ha e le mona tshito ya bona e ruisitse lefatshe, mme bokwenehi ba bona bo ruisitse baditjhaba, tshokoloho ya bona bohle e tla ruisa lefatshe hakaakang! Jwale ke bua le lona, baditjhaba. Kaha ke le moapostola wa baditjhaba, ke motlotlo ka mosebetsi wa ka, mme mohlomong nka etsa hore setjhaba sa heso se be lefufa, ke tle ke pholose ba bang ba sona. Haesita ho furallwa ha sona ho tlisitse poelano ya lefatshe le Modimo, ho amohelwa ha sona ho tla tlisa eng, haese bophelo ho ba shweleng? Ha senkgwa sa pele se nyehellwa Modimo, dinkgwa tsohle tsabo sona di a halalela, mme ha motso wa sefate o halalela, le makala a sona a a halalela. Haeba makala a mang a sefate sa mohlwaare wa hae a kgaotswe, mme wena, o leng mohlwaare wa naha, o hlomathiseditswe ho sona, mme wa ba le kabelo lerong le tswang motsong wa sona, o se ke wa ikgohomosetsa makala a kgaotsweng. O ka ikgohomosa kang, e se wena ya fepang motso, e le motso o o fepang? Empa o tla re: “Makala a kgaotswe hore nna ke hlomathisetswe sefateng.” E, ho jwalo. A kgaotswe ka baka la ho se dumele, athe wena o hlomathetse ka baka la tumelo. O se ke wa ikakasa, o mpe o tshabe, hobane ha Modimo a sa ka a qenehela makala ao a sefate, a tlhaho, le wena a ke ke a o qenehela. Ha ho le jwalo, bona mosa le bohale ba Modimo. O halefetse ba weleng, empa o mosa ho wena, haeba o itshwareletse ka mosa oo; ho seng jwalo le wena o tla rengwa. Le bona, ha ba ka kgaotsa ho se dumele, ba tla hlomathiswa, hobane Modimo o na le matla a ho boela a ba hlomathisa. Ha e le mona wena, eo ka tlhaho o leng lekala la mohlwaare wa naha, o remilwe, mme o hlomathiseditswe mohlwaareng wa hae, ka mokgwa oo e seng wa tlhaho, ho tla ba bonolo hakaakang, ho bao ka tlhaho e leng makala a mohlwaare wa hae, hore ba boele ba hlomathiswe mohlwaareng wa bona! Bana beso, ho na le sephiri seo ke sa rateng hore le hloke tsebo ya sona, esere la ipona le le bohlale: e leng hore karolo e itseng ya setjhaba sa Iseraele e tla thatafala ho fihlela ha ho kene palo e lekaneng ya baditjhaba. Ka mokgwa ona setjhaba sa Iseraele kaofela se tla pholoswa, jwalokaha ho ngotswe, ho thwe: “Molopolli o tla tswa Sione, o tla tlosa ho se tshabe Modimo ho ba leloko la Jakobo. Sena ke sona selekane seo ke tla se etsa le bona, ha ke tlosa dibe tsa bona.” Bona ba fetohile dira tsa Modimo, hore lona le tle le amohele molaetsa o molemo. Kaha ba khethilwe ke Modimo, ke baratuwa ba hae, ka baka la baholoholo, hobane Modimo ha a kwenehele bao a ba sitsitseng, le bao a ba bitsitseng. Pele le ne le sa mamele Modimo, empa kajeno le hauhetswe ka baka la ho se mamele ha setjhaba sa Iseraele. Ka mokgwa o jwalo, le sona kajeno ha se mamele, e le hore, ka baka la ho hauhelwa ha lona, le sona se tle se hauhelwe. Modimo o tloheletse bohle ho ipea ditlamong tsa ho se mamele, e le hore a tsebe ho hauhela bohle. Borui, le bohlale, le tsebo ya Modimo di kaakang! Dikahlolo tsa hae di ka hlaloswa jwang! Ditsela tsa hae di ka utlwisiswa jwang! “Ke mang ya tsebang mehopolo ya Morena? Ke mang eo e bileng moeletsi wa hae?” “Kapa ke mang ya kileng a mo fa ho hong, hore a tle a mo buseletse?” Tsohle di tswa ho Modimo, di teng ka yena, mme ke tsa hae. Tlotla e ke e iswe ho yena kamehla le mehla. A ho be jwalo! Bana beso, ka baka la mohau wa Modimo, ke a le rapela hore le ineele Modimo, le le sehlabelo se phelang, se halalelang, se mo kgahlisang, e leng tshebeletso ya lona e tshwanelehang. Le se ke la tshwana le ba lefatshe lena, le mpe le fetohe ka ho ntjhafala dikelellong, hore le tle le iphumanele seo thato ya Modimo e leng sona, e leng sohle se molemo, se kgahlehang, se phethehileng. Ka baka la neo ya mohau eo ke e neilweng, ke bolella e mong le e mong wa lona hore a se ke a ikgopola ho feta tekanyo, a mpe a inahane ka mokgwa o lekaneng, ho ya kamoo Modimo a lekanyeditseng e mong le e mong tumelo ya hae kateng. Jwalokaha re ena le ditho tse ngata mmeleng o le mong, empa ditho tseo tsohle di sa etse mosebetsi o tshwanang, ka mokgwa o jwalo, leha re le bangata, re mmele o le mong ho Kreste, e mong ke setho sa e mong. Jwale re na le dineo tse fapaneng, ho ya ka mohau oo re o neilweng. Ya neilweng ho porofeta, a porofete ka ho ya ka tumelo; ya neilweng ho sebeletsa, a sebeletse; ya neilweng ho ruta, a rute; ya neilweng ho kgothatsa, a kgothatse; ya fanang, a fane ka matsoho a mabedi; ya okametseng, a okamele ka mafolofolo; ya etsang mohau, a o etse ka thabo. Lerato le hloke boikaketsi. Hloyang bobe, kgomarelang botle. Ratanang jwaloka bana ba motho, le hlodisane ha le hlomphana. Le se ke la ba botswa, le mpe le be mafolofolo, le sebeletse Morena ka moya o tjhesehang. Thabang ka baka la tshepo ya lona, mamellang matshwenyehong, tiisetsang thapelong. Kenyang letsoho thusong ya badumedi ba hlokang, thabelang ho amohela baeti. Hlohonolofatsang ba le hlorisang; le ba hlohonolofatse, le se ke la ba rohaka. Thabang le ba thabileng, llang le ba llang. Utlwanang ka ho tlala, le se ke la ikakasa, empa le be metswalle ya ba eisehang. Le se ke la ipona bohlale. Se buseletseng bobe ka bobe; pheellang ho etsa tse ntle mahlong a batho bohle. Ha ho ka etsahala, bolokang kgotso le batho bohle, ho ya kamoo le ka kgonang kateng. Baratuwa, le se ke la iphetetsa, le mpe le siele kgalefo ya Modimo sebaka, hobane ho ngotswe, ho thwe: “Phetetso ke ya ka, ke nna ya tla lefeletsa,” ho rialo Morena. Empa: “Ha sera sa hao se lapile, se fepe; ha se nyorilwe, se fe metsi se nwe; ka ho etsa jwalo o se hlabisa dihlong.” O se ke wa hlolwa ke bobe, o mpe o hlole bobe ka botle. Motho ka mong a ikokobeletse borena bo mo okametseng, hobane ha ho borena haese bo tswang ho Modimo, mme bo leng teng bo beilwe ke Modimo. Ka hona ya hanyetsang borena, o hanyetsa se beilweng ke Modimo, mme ba se hanyetsang ba tla ahlolwa. Babusi ba ke ke ba tshajwa ke ba etsang tse ntle, empa ba tshajwa ke ba etsang tse mpe. Ha u sa rate ho tshaba ya busang, etsa tse ntle, mme o tla o rorisa, hobane ke mohlanka wa Modimo, ya o isang botleng. Empa ha o etsa tse mpe, o tshabe, hobane sabole ha a e tshwarele bosawana. Ke mohlanka wa Modimo, ya bonahatsang kgalefo ya Modimo ka ho otla ba etsang tse mpe. Ka baka leo, ke tshwanelo hore le ikokobetse, e seng feela ka baka la ho tshaba kgalefo, empa le ka baka la letswalo. Ebile ke kahoo le ntshang lekgetho, hobane babusi ke bahlanka ba Modimo ba phethang mosebetsi wona oo ka hloko. Neang bohle tse ba lokelang: molekgetho, lekgetho; mokgafisi, kgafa; ya lokelwang ke tshabo, tshabo; ya lokelwang ke hlompho, hlompho. Le se ke la ba le molato wa letho ho motho, haese wa ho ratana, hobane ya ratang wa habo o phethile Molao ka ho tlala. Efela ditaelo tse reng: “O se ke wa feba, o se ke wa bolaya, o se ke wa utswa, o se ke wa lakatsa,” leha e le taelo e nngwe e ka bang teng, tsohle di akareditswe ka taelo ena e reng: “Rata wa heno jwalokaha o ithata.” Ya ratang wa habo ha a mo etse hampe; kahoo ho ba le lerato ke ho phetha Molao ka ho tlala. Etsang jwalo, ka ho tseba hore nako e fihlile. E se e le nako ya hore le tsohe borokong, hobane kajeno ho pholoswa ho haufi le rona ho feta mohla re qalang ho dumela. Bosiu bo se bo tla sa, letsatsi le haufi le ho tjhaba. Ka hona a re lahleng mesebetsi ya lefifi, re apare dihlomo tsa lesedi. A re pheleng ka mokgwa o tshwanelang, jwalokaha e ka ke motsheare, e seng ka bonyollo le ka botahwa, e seng ka bohlola le ka diketso tse manyala, e seng ka dikgang le ka mohono. Empa le apare tsa Morena Jesu Kreste, mme le kgaotse ho kgotsofatsa ditakatso tsa botho. Motho ya fokolang tumelong le mo amohele, empa le se ke la phea kgang le yena ka tsa maikutlo a hae. E mong, ka tumelo ya hae, o ja dijo tsohle; e mong, ka ho fokola ha tumelo ya hae, o ja meroho feela. Ya jang tsohle a se ke a nyedisa ya sa jeng tsohle, le ya sa di jeng a se ke a ahlola ya di jang, hobane le yena eo Modimo o mo amohetse. Wena o mang o ahlolang mohlanka eo e seng wa hao? Ho tiisetsa kapa ho wa ha hae, ke taba ya monga hae. O tla fela a tiisetse, hobane Morena o na le matla a ho mo tiisa. E mong o hopola hore letsatsi le leng ke la bohlokwa ho feta le leng; e mong o hopola hore matsatsi wohle a a tshwana. Tabataba ke hore e mong le e mong a kgodisehe ka ho tlala hore o nepile. Ya hlomphang letsatsi le itseng o le hlomphela Morena; ya jang tsohle o di jela Morena, hobane o leboha Modimo. Ya sa jeng tsohle ha a di jele Morena, mme le yena e leboha Modimo. Ha ho le ya mong wa rona ya iphelelang, mme ha ho ya itjhwellang, hobane ha re phela, re phelela Morena; leha re eshwa, re shwela Morena. Ka baka leo, leha re phela, kapa re eshwa, re ba Morena. Kreste o ile a shwa, a ba a tsoha bafung ka lebaka lona lena: hore e tle e be Morena wa ba shweleng le wa ba phelang. Jwale wena o ahlolelang ngwaneno? Wena o nyedisetsang ngwaneno? Bohle le tla ema kapele ho setulo sa kahlolo sa Modimo, hobane ho ngotswe, ho thwe: “Ke hlapanya ka nna, ho rialo Morena, mangwele wohle a tla nkgumamela, mme maleme wohle a tla tlotlisa Modimo.” Ka baka leo, e mong le e mong wa rona o tla ikarabella ho Modimo. Ha ho le jwalo, re se hlole re ahlolana; le mpe le ikemisetse hore le se ke la kgelosa kapa la dihela ngwanabo lona sebeng. Ke le wa Morena Jesu, ke a tseba, mme ke kgodisehile hore ha ho ntho e ilehang ka boyona, empa ho ya reng ntho e a ileha, ke ho yena feela e ilehang. Ha o swabisa ngwaneno ka dijo tsa hao, ha o sa sebetsa ka lerato. Ka dijo tsa hao, o se ke wa timetsa eo Kreste a mo shwetseng. Ka baka leo, seo le reng se molemo ho lona, le se ke la etsa hore se nyefolwe. Mmuso wa Modimo hase taba ya dijo le dino, empa ke taba ya ho loka, ya ho ba le kgotso, le ya ho thabiswa ke Moya o Halalelang. Ya sebeletsang Kreste ka tsena o kgahlisa Modimo, mme o hlomphuwa ke batho. Jwale a re habeng tsa kgotso le tsa ho matlafatsana. O se ke wa senya mosebetsi wa Modimo ka taba ya dijo. Ke nnete, tsohle di hlwekile, empa di mpe ho motho ya di jelang ho kgelosa. Ho molemo ho se je nama, kapa ho se nwe veine, kapa ho se etse letho le leng le ka kgelosang ngwaneno. Tumelo eo o nang le yona tabeng ya dijo, e tsejwe ke wena le Modimo feela. Ho lehlohonolo motho eo letswalo la hae le sa mo ahloleleng seo a reng se lokile. Empa ya belaelang ha a eja, o ahlotswe, hobane ha a je ho ya ka tumelo ya hae. Tsohle tseo motho a di etsang ntle ho tumelo e jwalo, ke sebe. Rona ba matla tumelong, re tshwanetse ho jarela ba fokolang mefokolo ya bona e seng ho ikgahlisa. E mong le e mong wa rona a kgahlise wa habo ka tse isang botleng, ho mo matlafatsa tumelong. Le Kreste ha a a ka a ikgahlisa, empa ho bile jwalokaha ho ngotswe, ho thwe: “Dinyefolo tsa ba o nyefolang, le nna di nkwetse hodimo.” Tsohle tse ngotsweng kgale di ngoletswe ho re ruta, hore ka ho mamella le ho tshediswa ho fumanwang Mangolong, re tle re be le tshepo. Jwale Modimo ya re fang mamello le matshediso a ke a le nee maikutlo a le mang ho ya ka thato ya Kreste Jesu, e le hore le tle le tlotlise Modimo, Ntata Morena wa rona Jesu Kreste, le le pelonngwe le ntsweleng. Ka baka leo, amohelanang, jwalokaha Kreste le yena a le amohetse tlotlisong ya Modimo. Ke a le bolella, ke re, Kreste e bile mosebeletsi wa Bajuda ho bontsha hore Modimo o na le nnete, hore a tiise ditshepiso tse etseditsweng bo-ntata rona, mme baditjhaba ba tle ba tlotlise Modimo ka baka la mohau wa hae, jwalokaha ho ngotswe, ho thwe: “Ka baka leo, ke tla o boka hara baditjhaba, ke roke lebitso la hao.” Hape ho thwe: “Nyakallang, lona baditjhaba, mmoho le setjhaba sa hae.” Ho bile ho thwe: “Rorisang Morena, lona baditjhaba bohle, mo tlotliseng, lona merabe yohle.” Esaya le yena o re: “Ho tla tla setloholo sa Jese, se tla bewa ho busa baditjhaba, mme baditjhaba ba tla se tshepa.” Jwale Modimo ya re fang tshepo a ke a le tlatse ka thabo yohle le ka kgotso ka baka la ho dumelo ho yena, hore le tle le atelwe ke tshepo ka matla a Moya o Halalelang. Bana beso, nna ke kgodisehile hore lona le molemo, le na le tsebo yohle le matla a ho eletsana. Empa dikarolong tse ding ke le ngoletse ke sa tshabe ho le hopotsa ditaba tse ding, ka baka la mohau oo ke o neilweng ke Modimo, wa hore ke be mosebeletsi wa Kreste Jesu hara baditjhaba. Ka ho bolela molaetsa o molemo wa Modimo ke phetha mosebetsi wa boprista, hore baditjhaba e tle e be nyehelo e amohelehang ho Modimo, e halaleditsweng ke Moya o Halalelang. Ka baka leo, nka ithorisa ka Kreste Jesu tshebeletsong ya Modimo. Nke ke ka ba sebete ho bua ka letho haese ka tseo Kreste a di sebeditseng ka nna, ka dipolelo le ka diketso, hore baditjhaba ba mamele Modimo. Tsena di tlile ka matla a mehlolo le a dimakatso, ka matla a Moya wa Modimo. Ka tsela eo ke phatlaladitse molaetsa o molemo wa Kreste ka botlalo, ho tloha Jerusalema, ke potoloha, ke ya fihla Ilorikone. Leha ho le jwalo, ke ile ka pheella ho bolela molaetsa o molemo moo lebitso la Kreste le esong ho bolelwe teng, hore ke se ke ka haha hodima motheo wa e mong, empa e le jwalokaha ho ngotswe, ho thwe: “Ba tla be ba bona seo ba esong ho se bolellwe; seo ba esong ho se utlwe ba tla se utlwisisa.” Ke lona lebaka le nthibetseng hangata ho le etela. Empa jwale ke phethile mosebetsi wa ka dibakeng tsena, mme erekaha e se e le dilemo tse ngata ke ntse ke lakatsa ho le etela, ke tshepile ho le bona ha ke etela Sepania, le tle le nthuse ho ya teng, ha ke se ke ithabisitse ka ho ba le lona nako e itseng. Hona jwale ke sa ya Jerusalema ho ya sebeletsa badumedi ba teng, hobane ba Masedonia le ba Akaya ba ikemiseditse ho kenya letsoho thusong e etsetswang badumedi ba futsanehileng ba Jerusalema. Ba ikemiseditse ho etsa jwalo, etswe ba ne ba tlamehile ho etsa jwalo, hobane ha Bajuda ba ile ba arolelana tsa moya le baditjhaba, eka kgona le baditjhaba ba sebeletse Bajuda ka tsa lefatshe lena. Ha ke se ke phethile hona, mme ke ba neile koleke eo, ke tla tla feta le ho lona, ha ke eya Sepania. Ke a tseba hore, mohla ke le etelang, ke tla tla ka mahlohonolo wohle a Kreste. Bana beso, ka Morena wa rona Jesu Kreste le ka lerato la Moya, ke a le rapela hore le nthuse ka ho nthapella ho Modimo, hore ke tle ke sireletswe ho ba sa dumeleng, ba Judea, mme dithuso tseo ke di isang Jerusalema di tle di amohelehe ho badumedi. Ha ho ka ba jwalo, ke tla le etela ke thabile, ke kgatholohe le lona, ha Modimo a rata. Jwale Modimo ya re fang kgotso a ke a be le lona bohle. A ho be jwalo! Kgaitsedi ya rona Foibe, eo e leng mosebeletsi wa kereke e Kenkeria, ke mmea paballong ya lona. Le mo amohele ka mokgwa o lokelang badumedi, hobane ke wa Morena. Le mo thuse tabeng efe le efe eo a ka hlokang thuso ya lona ho yona, hobane le yna o thusitse ba bangata, esita le nna ka sebele. Ntumedisetseng Priseka le Akulase, bao re sebeletsang Kreste Jesu mmoho le bona, ba ileng ba ipea kotsing ya lefu ka baka la ka. Ke a ba leboha, e seng nna feela, empa le tsona dikereke tsohle tsa baditjhaba. Dumedisang le kereke e phuthehelang ha bona. Dumedisang motswalle wa ka Epainetose, eo e bileng wa pele naheng ya Asia ho ineela ho Kreste. Dumedisang Maria, ya le sebeleditseng haholo. Dumedisang Anaderonikose le Junia, bahaeso ba bileng ditlamong mmoho le nna, ba tumileng hara baapostola, mme ba ineetseng ho Kreste pele ho nna. Dumedisang Ampelease, motswalle wa ka Moreneng. Dumedisang Urebanose, eo re sebeletsang Kreste mmoho le yena, le motswalle wa ka Setakuse. Dumedisang Apelese, ya bontshitseng botshepehi ba hae ho Kreste. Dumedisang ba lelapa la Arisetobulose. Dumedisang mohaeso Herodione. Dumedisang ba lelapa la Narekisose, hobane ke ba Morena. Dumedisang Terufaina le Terufosa, ba sebeletsang Morena haholo. Dumedisang motswalle Peresise, ya sebeleditseng Morena haholo. Dumedisang Rufose, mokgethwa wa Morena, le mmae, eo le nna e leng mme. Dumedisang Asunkiritose, Felegone, Heremese, Patarobase, Heremase, le bana babo rona bohle ba nang le bona. Dumedisang Filologose le Julia, Nereuse le kgaitsedi ya hae, le Olompase, le badumedi bohle ba nang le bona. Dumedisanang ka kako e halalelang. Dikereke tsohle tsa Kreste di a le dumedisa. Bana beso, ke a le rapela hore le fadimehele ba bakang dikarohano, ba le kgelosang thutong eo le ithutileng yona. Le ba sesefe hobane ba jwalo ha ba sebeletse Morena wa rona Kreste, empa ba sebeletsa dimpa tsa bona. Ka dipuo tse monate, tse qekang, ba thetsa dipelo tsa ba se nang bobe. Ho mamela ha lona ho tsejwa ke bohle; ka baka leo, ke a le thabela, mme ke lakatsa hore le be bohlale ho tse lokileng, le se ikamahanye le tse mpe. Modimo ya re fang kgotso o tla etsa hore le ripitle Satane kapelepele. Mohau wa Morena wa rona Jesu o ke o be le lona. Timothea, eo re sebetsang mmoho le yena, o a le dumedisa; le bahaeso bo-Losiase, le Jasone, le Sosipaterose, ba a le dumedisa. Le nna Teretiose, ya ngotseng lengolo lena, ke a le dumedisa Moreneng. Gaiose, eo ke leng moeti wa hae, eo le kereke yohle e phuthehelang ha hae, o a le dumedisa. Erasetose, ramatlotlo wa motse, le ngwanabo rona Kuaretose, ba a le dumedisa. Mohau wa Morena wa rona Jesu Kreste o ke o be le lona bohle. A ho be jwalo! Ho tlotliswe ya nang le matla a ho le tiisa ka molaetsa o molemo wa ka, le ka thuto ya Jesu Kreste, le ka tshenolo ya sephiri se neng se patehile ho tloha tshimolohong, empa jwale se senotswe ka Mangolo a boporofeta ho ya ka taelo ya Modimo ya sa feleng, se tsebisitswe ditjhaba tsohle, hore di tle di be le mamelo e tswang tumelong. Tlotla e ke e iswe, ka Jesu Kreste, ho Modimo ya bohlale a inotshi, kamehla le mehla. A ho be jwalo! Nna Paulosi, ya bitseditsweng ho ba moapostola wa Jesu Kreste ka thato ya Modimo, le Sosethenese, ngwanabo rona, re dumedisa kereke ya Modimo e Korinthe, e leng batho ba halaleditsweng ho Kreste Jesu, ba bitseditsweng hore e be bahalaledi, mmoho le bohle ba rapelang Morena wa rona Jesu Kreste kae kapa kae, yena eo e leng Morena wa rona le wa bona, re re: Mohau le kgotso ya Modimo Ntata rona le ya Morena Jesu Kreste di ke di be le lona. Kamehla ke leboha Modimo wa ka, ka baka la mohau wa hae, oo le o filweng ka Kreste Jesu, hobane ka yena le ruisitswe ka mekgwa yohle, dipolelong tsohle le tsebong yohle. Kamoo bopaki bo pakang Kreste bo seng bo tiisitswe kateng ka ho lona, ha le sa haellwa ke neo efe kapa efe, ha le ntse le lebeletse hore Morena wa rona Jesu Kreste a bonahatswe. Yena o tla nne a le tiise ho isa qetellong, le tle le se ke la nyatswa Letsatsing la ho tla ha Morena wa rona Jesu Kreste. Modimo ya le bitseditseng ho ba le kabelo bophelong ba Mora wa hae, Jesu Kreste, Morena wa rona, o a tshepahala. Bana beso, ka lebitso la Morena wa rona Jesu Kreste ke ipiletsa ho lona hore bohle le be ntsweleng, dikarohano di be siyo hara lona, le mpe le utlwane, le be le maikutlo a le mang le kgopolo e le nngwe. Bana beso, ke fela ke ile ka tsebiswa ka lona ke ba ha Kolowe hore le a tsekisana. Seo ke se bolelang ke hore e mong wa lona o re: “Nna ke wa Paulosi,” e mong: “Nna ke wa Apolosi,” e mong: “Nna ke wa Kefase,” e mong hape: “Nna ke wa Kreste.” Na Kreste o arotswe dikoto na? Na Paulosi o thakgiseditswe lona na? Kapa le kolobeditswe ka lebitso la Paulosi na? Ke leboha Modimo ha e le mona ke sa kolobetsa le ya mong wa lona, haese Kerisepose le Gaiose. Ka tsela ena, ha ho ya ka reng o kolobeditswe ka lebitso la ka. Hape ke bile ke kolobeditse ba lelapa la Setefanase. Ntle ho bona, ha ke hopole hore nkile ka kolobetsa e mong. Kreste ha a ya nthomela ho kolobetsa, empa ho bolela molaetsa o molemo, e seng ka bokgeleke, esere sefapano sa Kreste sa fetolwa lefeela. Ho bua ka sefapano ke bothoto ho ba yang timelong; athe ho rona ba yang pholohong ke matla a Modimo, hobane ho ngotswe, ho thwe: “Ke tla timetsa bohlale ba bahlalefi, ke fedise kelello ya ba masene.” Jwale mohlalefi o tla fella kae? Morutehi yena? Sengangele sa tsa lefatshe sona? Ana Modimo ha a ka a bontsha hore bohlale ba lefatshe ke bothoto? Erekaha lefatshe, ka bohlale ba lona, le sitilwe ho tseba Modimo ka mesebetsi ya bohlale ba hae, ka hona ba dumelang, Modimo o kgahlilwe ke ho ba pholosa ka bothoto ba molaetsa ona oo re o phatlalatsang. Bajuda ba ikopela sesupo, Bagerike bona ba batla bohlale; ha e le rona, re phatlalatsa tsa Kreste ya thakgisitsweng sefapanong, e leng kgopiso ho Bajuda le bothoto ho baditjhaba. Empa ho ba bitsitsweng ke Modimo, e ka ba Bajuda kapa Bagerike, Kreste eo ke matla a Modimo le bohlale ba Modimo. Seo e kang ke bothoto ba Modimo, ke bohlale bo fetang ba motho, mme seo e kang ke bofokodi ba Modimo, ke matla a fetang a motho. Jwale, bana beso, hopolang hore na le ne le le jwang mohla Modimo a le bitsang. Ho ya ka botho feela, ho ne ho se ba bangata ba lona ba bohlale, ba matla kapa ba madi a borena. Empa bao e leng dithoto ho lefatshe, Modimo o ba kgethile ho swabisa ba bohlale. Ba fokolang ho lefatshe, Modimo o ba kgethile ho swabisa ba matla; ba eisehang le ba nyedisehang ho lefatshe, Modimo o ba kgethile: o kgethile tseo e seng letho ho fedisa tse leng teng, e le hore ho se be mang kapa mang ya ka ithorisang pela Modimo. Ke ka Modimo le leng ho Kreste Jesu, eo Modimo a mo entseng bohlale ba lona, le ho loka ha lona, le kgalalelo ya lona, le topollo ya lona. Ka tsela ena, ho ya kamoo ho ngotsweng kateng: “Ya ithorisang a ithorise ka Morena.” Bana beso, nna ha ke etla ho lona, ho le phatlalletsa sephiri sa Modimo, ke ne ke sa tlisa bokgelekehadi kapa bohlale bo boholo. Ha ke ne ke ena le lona, ke ne ke ikemiseditse ho lebala tsohle, haese tsa Jesu Kreste feela, yena ya thakgisitsweng. Ke fihlile ho lona ke fokola, ke tshaba, mme ke thothomela haholo. Puo ya ka le molaetsa wa ka ha di a ka tsa bolelwa ka mantswe a hapang, a bohlale ba motho, empa e ne e le ka matla a kgodisang a Moya o Halalelang. E ne e le hore tumelo ya lona e se ke ya thewa hodima bohlale ba motho, e mpe e thewe hodima matla a Modimo. Leha ho le jwalo, re bua tsa bohlale hara ba hodileng tumelong, empa hase tsa bohlale ba lefatshe lena, kapa ba babusi ba lefatshe lena ba shwang. Re bua ka tsa bohlale ba Modimo, boo e leng sephiri, bo patehileng, boo Modimo a bo hlotseng le lefatshe le eso be teng, hore e be tlotla ya rona. Ke boo ho seng le ya mong wa babusi ba lefatshe lena ya kileng a bo tseba hobane, hojane ba ne ba bo tsebile, ba ka be ba sa ka ba thakgisa Morena wa tlotla. Empa jwalokaha ho ngotswe, “Tseo leihlo le sa kang la di bona, tsebe e sa kang ya di utlwa, le kelello ya motho e sa kang ya di lekanya, ke tsona tseo Modimo a di lokiseditseng ba mo ratang.” Rona Modimo o re senoletse tsona ka Moya wa hae, hobane Moya o Halalelang o fuputsa tsohle, esita le tse tebileng tsa Modimo. Ana ke mang ya tsebang tse ka pelong ya motho, haese moya wa motho o ka ho yena? Ka mokgwa o jwalo, ha ho le ya mong ya tsebang tsa Modimo, haese Moya wa Modimo feela. Rona ha re a amohela moya wa lefatshe, empa re amohetse Moya o tswang ho Modimo, hore re tle re tsebe tseo re di filweng ke Modimo ka mohau wa hae. Tsena ha re di bolele ka mantswe a rutwang ka bohlale ba motho, empa re di bolela ka mantswe a rutwang ke Moya o Halalelang, ka ho hlalosetsa ba nang le Moya o Halalelang ditaba tsa moya. Motho ya buswang ke botho ha a amohele tsa Moya wa Modimo, hobane ho yena tseo ke bothoto. Le ho di tseba a ke ke a di tseba, hobane di hlalohanngwa ka Moya o Halalelang feela. Motho ya nang le Moya o Halalelang o hlalohanya tsohle, athe yena ha ho ya ka mo ahlolang. “Ke mang ya tsebang mehopolo ya Morena? Ke mang ya ka mo rutang?” Ha e le rona re na le maikutlo a Kreste. Bana beso, nna ke sitilwe ho bua le lona jwalokaha ke ne nka bua le batho ba nang le Moya o Halalelang, empa ke buile le lona jwalokaha le le ba lefatshe, jwaloka masea ho Kreste. Ke le fepile ka lebese e seng ka dijo tse thata, hobane di ne di ka le sita. Esita le jwale di ntse di ka le sita, hobane le ntse le le ba lefatshe. Ha e le mona le sa na le mohono le diqabang hara lona, na hoo ha ho supe hore le ba lefatshe, mme le laolwa ke tsa botho? Ha e mong a re: “Nna ke wa Paulosi,” mme e mong a re: “Nna ke wa Apolosi,” na ha le ye ka tsa botho? Hantlentle Apolosi ke eng? Paulose yena ke eng? Ke basebeletsi feela bao le dumetseng ka baka la bona, ba sebeditseng ho ya kamoo Morena a abetseng e mong le e mong wa bona kateng. Nna ke ile ka lema, Apolosi yena a nwesetsa, empa ke Modimo ya medisitseng. Ka hona ya lemang hase letho, le ya nwesetsang hase letho, empa eo e leng letho ke Modimo ya medisang. Ya lemang le ya nwesetsang ba a tshwana, mme e mong le e mong o tla amohela moputso ho ya ka mosebetsi wa hae. Rona re sebetsa mmoho le Modimo; lona le tshimo ya Modimo, le mohaho wa Modimo. Ka mohau oo Modimo a nketseditseng wona ke ile ka etsa motheo jwaloka sehahi se bohlale; e mong a haha hodima wona. Empa e mong le e mong a hlokomele hore na o haha jwang. Ha ho ya ka etsang motheo o mong kantle ho o seng o le teng, e leng Jesu Kreste. Ha ba bang, ba hahang hodima motheo ona, ba ka sebedisa kgauta, kapa silefera, kapa majwe a bohlokwa, ba bang lehong, kapa jwang, kapa lehlaka, mosebetsi wa e mong le e mong wa bona o tla pepeseha. Letsatsi la Kreste le tla o hlahatsa. Le tla tla ka mollo, mme mollo oo o tla hlahloba boleng ba mosebetsi wa e mong le e mong. Haeba mosebetsi wa e mong ya hahileng hodima motheo o sa senyehe, o tla amohela moputso. Haeba mosebetsi wa e mong o etjha, o tla mo senyehela, empa yena o tla pholoswa, jwaloka ya fetileng hara mollo. Na ha le tsebe hore le tempele ya Modimo, le hore Moya wa Modimo o ahile ka ho lona? Ha motho a heletsa tempele ya Modimo, Modimo o tla mo timetsa, hobane tempele ya Modimo e a halalela, mme tempele eo ke lona. Ho se be ya ithetsang. Ha e mong hara lona a ikgopola hore o na le bohlale ba lefatshe lena, a ke a fetohe sethoto, e le hore a tle a hlalefe. Bohlale ba lefatshe lena ke bothoto mahlong a Modimo. Etswe Mangolo a re: “Modimo o tshwasa ba bohlale maqhekeng a bona.” Hape ho thwe: “Morena o tseba hore mehopolo ya ba bohlale ke lefeela.” Kahoo ho se be ya ithorisang ka batho. Tsohle ke tsa lona, e ka ba Paulosi, kapa Apolosi, kapa Kefase, kapa lefatshe lena, kapa bophelo, kapa lefu, kapa tse teng, esita le tse tlang. Tsena tsohle ke tsa lona, lona le ba Kreste, mme Kreste ke wa Modimo. Re ke re tadingwe re le basebeletsi ba Kreste le baokamedi ba sebetsanang le diphiri tsa Modimo. Ho batlehang ke hore mookamedi ka mong a fumanwe a tshepahala. Ho nna ha ho na taba ha ke ahlolwa ke lona kapa ke lekgotla la lefatshe; esita le nna ha ke ikahlole. Ha ke ipone molato wa letho, empa hona ha ho bolele hore ha ke na molato. Ya nkahlolang ke Morena. Ka baka leo, le se ke la ahlola e eso be nako, Morena a eso kgutle, e leng yena ya tla senola tse lefifing, a pepese merero ya dipelo tsa batho. Ke moo e mong le e mong a tla fumana thoriso e mo lokelang ho Modimo. Jwale, bana beso, ke tshwantshitse tsena ka rona le Apolosi ka baka la lona, e le hore le tle le ithute ka rona ho se feteletse se ngotsweng. Ho se be ya itjang ka e mong, empa a nyedisa e mong. Ana wena ke mang ya o nkelang hodimo? Ke eng eo o nang le yona, eo o sa e fuwang ke Modimo? Jwale haeba o e filwe, o ithorisetsang jwalokaha e ka ha o a e fuwa? Le se le ena le tsohle! Le se le ruile! Le renne le le bang! Hoja le fela le rena, le rona re tle re rene le lona! Ke bona e ka rona baapostola, Modimo o re entse ba ho qetela, jwaloka ba ahloletsweng lefu. Re fetohile sebonwang-se-bonwa-ke-bohle ho lefatshe, ho mangeloi le ho batho. Rona re dithoto ka baka la Kreste, empa lona le bohlale ka ho ba ho Kreste. Rona re a fokola, empa lona le matla. Lona le a hlomphuwa, empa rona re a hlomphollwa. Ho fihlela jwale re a lapa, re a nyorwa, re hlobotse, re a hlekefetswa, mme re a shota. Re sebetsa ka thata ka matsoho a rona. Ha ba re hlapaola, re a ba hlohonolofatsa; ha ba re hlorisa, re a mamella; ha ba re senya mabitso, re phaphatha kgotso. Re fetohile dithole ho lefatshe lohle, le manyala ho bohle, ho fihlela jwale. Ha ke le ngolle tsena ho le hlabisa dihlong, empa ke le ngolla ho le laya le le bana ba ka ba ratehang. Leha le ka ba le bahlokomedi ba diketekete ba le rutileng tsa Kreste, empa le na le ntate a le mong. Ho Kreste Jesu, ke nna ya le tswetseng ka molaetsa o molemo. Ka baka leo, ke le kgothaletsa hore le latele mohlala wa ka. Ke kahoo ke le rometseng Timothea, e leng ngwana wa ka ya ratehang, ya tshepahalang ho Morena. O tla le hopotsa kamoo ke phelang kateng ka ho latela Kreste Jesu, le kamoo ke rutang tsa bophelo bona kateng kahohle, kerekeng e nngwe le e nngwe. Ba bang ba ikgohomosa jwalokaha e ka ha ke sa tla le etela. Empa ke tla le etela haufinyane, ha Morena a rata, mme ke tla iphumanela hore na matla a baikgohomosi bao a makae, ho fapana le puo tsa molomo, hobane Mmuso wa Modimo hase wa puo ya molomo, ke wa diketso. Jwale le ikgethelang? Hore ke tle ho lona ka thupa, kapa ka lerato le ka mosa? Ha e le nnete, ho utlwahala hore bohlola bo teng hara lona. Ke bohlola ba mofuta o ke keng wa eba teng le hara bahedene, e leng ba motho ya kenelang mohatsa ntatae. Empa le a ikgohomosa, athe le ne le tshwanetse ho itshwabela, mme ya entseng ketso ena ebe o tlositswe hara lona. Ha e le nna, leha ke le siyo hara lona ka nama, ke teng ka moya. Jwaloka hoja ke teng, ya entseng ketso e jwalo ke se ke mo ahlotse ka lebitso la Morena Jesu. Mohla le phuthehang, mme le nna ke le teng ka moya, re ena le matla a Morena wa rona Jesu, motho eo a neelwe Satane, ho timetswe mmele wa hae, e le hore moya wona o tle o pholoswe ka Letsatsi la ho tla ha Morena. Boithoriso ba lona ha bo a loka. Na ha le tsebe hore tomoso e seng kae e lomosa hlama kaofela? Lahlelang tomoso ya kgale kantle, hore le tle le be hlama e ntjha, kaha le le bohobe bo sa lomoswang ba Paseka; ebile le Kreste, Konyana ya rona ya Paseka, o hlabilwe. Ka hona a re etseng mokete ka bohobe bo sa lomoswang ba botshepehi le nnete, e seng ka tomoso yane ya kgale, tomoso ya bobe le bokgopo. Lengolong la ka ke ile ka re le se ke la tlwaelana le dihlola. Ho hang ke ne ke sa bolele dihlola tsohle tsa lefatshe lena, kapa ditlofa, kapa dinokwane, kapa basebeletsi ba medimo ya bohata, hobane hoo ho ka le tlama ho falla lefatsheng lena. Empa seo ke neng ke se bolela ke hore le se ke la tlwaelana le motho ya ipitsang modumedi, feela e le sehlola, kapa setlofa, kapa mosebeletsi wa medimo ya bohata, kapa motho ya ditlhapa, kapa letahwa, kapa senokwane. Le se ke la ba la ja le wa mofuta oo. Na ho ahlola batho ba kantle e ka ba taba ya ka? Na bao lona le ba ahlolang, hase badumedi? Ha e le ba kantle, ke Modimo ya tla ba ahlola. “Tlosang ya kgopo kahara lona.” Ha e mong wa lona a ena le nyewe le e mong, a ka mo isa jwang makgotleng a bahedene, e seng kapele ho badumedi? Kapa ha le tsebe hore badumedi ke bona ba tla ahlola lefatshe? Haeba lefatshe le tla ahlolwa ke lona, na ha le a lokela ho ahlola ditaba tse fokolang? Na ha le tsebe hore le mangeloi re tla a ahlola? Jwale re ka sitwa keng ho ahlola tsa bophelo boo? Ka baka leo, ha le ena le dinyewe tse amanang le bophelo boo, na le tla re di ahlolwe ke bao e seng letho ka kerekeng na? Ke rialo hore le hlajwe ke dihlong! Na ha ho le ya mong ya bohlale hara lona, ya ka tsebang ho ahlola ditsekisanong tsa badumedi? Empa motho o qosa ngwanabo, le hona kapele ho bao e seng badumedi. Ka baka lena, le hlotswe ho hang, hobane le a qosana. Keng ha le sa itlohelle ho etswa hampe? Keng ha le sa itlohelle ho qhekanyetswa? Empa ke lona le etsang hampe, le qhekanyetsanang le bana babo lona. Kapa na ha le tsebe hore ba kgopo ba ke ke ba eja lefa la Mmuso wa Modimo? Le se ke la ithetsa: dihlola, le basebeletsi ba medimo ya bohata, le difebe, le ba janang maotwana, le mashodu, le ditlofa, le matahwa, le ba ditlhapa, le dinokwane, ba ke ke ba eja lefa la Mmuso wa Modimo. Ba bang ba lona le ne le le jwalo, empa le ile la hlatsuwa, la halaletswa, la lokafatswa ka lebitso la Morena Jesu Kreste, le ka Moya wa Modimo wa rona. E mong o re: “Ke dumeletswe ka dintho tsohle,” empa hase ho re tsohle di na le molemo. E, ke dumeletswe ka dintho tsohle, empa ha nka ke ka laolwa le ke e le nngwe ya tsona. E mong hape o re: “Dijo di etseditswe mpa, le mpa e etseditswe dijo.” E, feela Modimo o tla di fedisa bobedi ba tsona. Empa mmele hase wa bohlola, ke wa Morena, mme Morena ke mongwa wona. Modimo o tsositse Morena bafung, mme le rona o tla re tsosa ka matla a hae. Na ha le tsebe hore mmele ya lona ke ditho tsa Kreste? Na nka nka ditho tsa Kreste, ka di etsa ditho tsa seotswa? Le kgale! Kapa na ha le tsebe hore ya kopanelang dikobo le seotswa, o fetoha ntho e le nngwe le sona, hobane Mangolo a re: “Ba babedi ba tla fetoha ntho e le nngwe?” Empa ya ikopanyang le Morena ke ntho e le nngwe le yena ka moya. Furallang bohlola! Dibe tse ding tsohle tseo motho a di etsang ha di ame mmele wa hae, empa ya etsang bohlola o sitelwa mmele wa hae. Kapa na ha le tsebe hore mmele ya lona ke tempele ya Moya o Halalelang o ka ho lona, oo le o filweng ke Modimo? Le hore le ba e mong? Le rekilwe ka theko e phahameng. Ka baka leo, tlotlisang Modimo ka mmele ya lona. Jwale ke kena ditabeng tseo le ileng la nngolla ka tsona. Ke re: Ho molemo hore monna a se ke a ama mosadi. Empa ka baka la ho tshaba bohlola, monna ka mong a be le mosadi eo e leng wa hae, le mosadi ka mong a be le monna eo e leng wa hae. Monna a phethe tshwanelo ya hae ho mosadi wa hae, mme le mosadi a etse jwalo ho monna wa hae. Mosadi ha a na matla hodima mmele wa hae; ya nang le matla hodima wona ke monna wa hae. Ka mokgwa o jwalo, le monna ha a na matla hodima mmele wa hae; ya nang le matla hodima wona ke mosadi wa hae. Le se ke la timana, haese ka tumellano, ka nakwana, e le hore le iphe nako ya ho rapela. Kamora moo le boele le kopane, esere Satane a le leka ka baka la ho hloka boitshwaro ha lona. Ke bua tjena ka ho le hauhela e seng ka ho le laela. Ke ne nka rata ha batho bohle ba eba jwaloka nna, empa motho e mong le e mong o na le neo ya hae e tswang ho Modimo, e mong ka mokgwa ona, e mong ka mokgwa wane. Ho masoha le basadi ba bahlolohadi, ke re: Ho molemo ha ba ka itulela jwaloka nna. Empa haeba ba sitwa ho itshwara, ba mpe ba nyale, hobane ho molemo ho nyala ho ena le ho tjheswa ke takatso. Ha e le ba seng ba nyalane, ke ba nea taelo ena. Ha e tswe ho nna, empa e tswa ho Morena. Ke re: Mosadi a se ke a hlala monna wa hae. Haeba a etsa jwalo a dule a sa nyalwe, kapa a kgutlele ho monna wa hae. Monna le yena a se ke a hlala mosadi wa hae. Ha e le ho ba bang, nna, e seng Morena, ke re: Ha modumedi a ena le mosadi eo e seng modumedi, a se ke a mo hlala, haeba mosadi a kgotsofalla ho nna a phela le yena. Le mosadi ha a ena le monna eo e seng modumedi, mme a kgotsofalla ho nna a phela le yena, a se ke a hlala monna eo. Monna eo e seng modumedi o halaletswa ka mosadi wa hae, le mosadi eo e seng modumedi o halaletswa ka monna wa hae. Hoja ha ho jwalo bana ba bona ba ka be ba sa hlweka, athe jwale ba a halalela. Haeba eo e seng modumedi a rata ho hlala mohatsa hae wa modumedi, a mo hlale. Modumedi wa monna kapa wa mosadi ha a ya tlangwa ke letho tabeng tse jwalo. Modimo o le bitseditse hore le phedisane ka kgotso. Wena mosadi, o ka tseba jwang haeba o tla pholosa monna wa hao na? Le wena monna, o ka tseba jwang haeba o tla pholosa mosadi wa hao na? E mong le e mong a phele ho ya kamoo Morena a mo abetseng kateng, kamoo a neng a le kateng ha Modimo a mmitsa. Sena ke seo ke se laelang dikereke tsohle. Ha motho a bitswa a se a bolotse, a se ke a iketsa leqai; ha a bitswa e le leqai, a se ke a bolla. Ho bolla kapa ho se bolle hase letho, empa hoo e leng taba ke ho boloka melao ya Modimo. E mong le e mong a nne a be kamoo a neng a le kateng mohla a neng a bitswa. Ha o bitsitswe o le lekgoba, o se ke wa itshwenya. Empa leha o ka lokoloha bokgobeng, thabela tokoloho eo. Etswe ya bitsitsweng ke Morena e le lekgoba, ho Morena o lokolohile. Ka mokgwa o jwalo, ya bitsitsweng ke Kreste a lokolohile, ke lekgoba la Kreste. Le rekilwe ka theko e boima, ka hona se iketseng makgoba a batho. Bana beso, e mong le e mong a nne a phele pela Modimo ho ya kamoo a neng a le kateng mohla a bitswang. Tabeng ya barwetsana, ha ke na taelo ya Morena, ke mpa ke fana ka keletso, ke le ya tshepahalang ka mohau wa Morena. Ka baka la ditsietsi tsa matsatsi ana, ke lekanya hore ho ka ba molemo ha motho a itulela a le jwalo. Ha o tlamahantswe le mosadi ka lenyalo, o se ke wa itokolla. Ha o sa tlamahanngwa le mosadi ka lenyalo, o se ke wa ipatlela mosadi. Haeba o nyala, ha o etse sebe; le morwetsana ha a nyalwa, ha a etse sebe. Empa ba nyalanang ba tla ba le matshwenyeho bophelong bona, mme lona ke a le qenehela. Bana beso, seo ke se bolelang ke sena: Nako e se e kgutsufetse. Ho tloha jwale, ba nyetseng e ke ha ba a nyala; ba llang e ke ha ba lle; ba thabileng e ke ha ba a thaba; ba rekang e ke ha ba na letho; ba phelang ka tsa lefatshe lena e ke ha ba di phelele, hobane mekgwa ya lefatshe lena e a feta. Ha ke lakatse ha le ka tshwenyeha. Ya sa nyalang o hlokomela tsa Morena, hore na a ka kgahlisa Morena jwang. Empa ya nyetseng o hlokomela tsa lefatshe, hore na a ka kgahlisa mosadi wa hae jwang, mme kahoo o pelo di pedi. Mosadi ya sa nyalwang, kapa morwetsana, o hlokomela tsa Morena, hore a tle a halalele mmeleng le moyeng. Empa mosadi ya nyetsweng o hlokomela tsa lefatshe, hore na a ka kgahlisa monna wa hae jwang. Ke le bolella tsena ho le thusa, e seng ho le kgina, empa e le hore le batle ho lokelang, le ikakgele mosebetsing wa Modimo ka setotswana. Ha motho a lekanya hore e ka ba ntho e dihlong, ha moradi wa hae e le lefetwa, mme a hopola hore eka kgona taba eo e lokiswe, a etse kamoo a ratang kateng. Ha a etse sebe ha a ka mo nyadisa. Empa haeba motho a sa tlangwe ke letho e le ka boikgethelo ba hae, a tiile morerong wa hae, mme haeba a se a qetile ka pelong ya hae hore moradi wa hae e nne e be morwetsana, o tla be a etsa hantle. Kahoo ya nyadisang moradi wa hae o etsa hantle, empa ya sa mo nyadiseng o etsa hantle ka ho fetisisa. Mosadi ya nyetsweng o tlamahantswe le monna wa hae, ha monna a sa phela. Ha monna a se a shwele, mosadi o lokolohile, a ka nyalana le eo a mo ratang, empa e be lenyalo la Sekreste. Feela, ho ya ka nna, a ka ba lehlohonolo haholo ha a ka itulela a sa nyalwa. Ke a kgolwa hore le nna ke na le Moya wa Modimo. Jwale ke kena tabeng ya tse hlabetsweng medimo ya bohata. Ke nnete hore rona re na le tsebo tabeng ena. Tsebo eo e ye e bake boikgohomoso, empa lerato le a hodisa. Haeba motho a lekanya hore o na le tsebo, ha a eso ka a tseba ho ya kamoo a tshwanetseng ho tseba kateng. Empa haeba ho ena le ya ratang Modimo, yena o tsejwa ke yena. Ha ho le jwalo, tabeng ya ho ja tse hlabetsweng medimo ya bohata, re a tseba hore modimo wa bohata hase ntho e teng ho hang, le hore Modimo o mong feela. Leha bahedene ba bitsa tse ding tse lehodimong kapa lefatsheng medimo, jwalokaha ba ena le medimo e mengata le marena a mangata, rona re na le Modimo a le mong e leng Ntate. Ke yena eo dintho tsohle di tswang ho yena, eo re mo phelelang. Hape re na le Morena a le mong, e leng Jesu Kreste. Ke yena eo dintho tsohle di entsweng ka yena, eo re phelang ka yena. Empa hase bohle ba nang le tsebo ena. Ba bang, ka baka la ho tlwaela medimo ya bohata, le kajeno-ya-bokajeno ba ntse ba eja tse hlabetsweng medimo ena, ka ho dumela hore ke dijo tsa mahlabelo. Ka ho tshaba ha matswalo a bona, ba ikutlwa ba silafetse; athe dijo hase ntho e ka re atametsang ho Modimo. Ha re sa di je, re ke ke ra lahlehelwa ke letho; leha re ka di ja, re ke ke ra fumana letho. Leha ho le jwalo, le hlokomele esere bolokolohi ba lona ba dihela ba tumelo e fokolang sebeng. Ha ya tumelo e fokolang a bona wena, ya nang le tsebo, o le dijong ka tempeleng ya modimo wa bohata, na hoo ho ke ke ha mo kgothaletsa ho ja tse hlabetsweng medimo ya bohata na? Ka tsela ena ngwaneno ya fokolang eo Kreste a mo shwetseng, o tla timela ka baka la tsebo eo ya hao. Ka ho sitelwa bana babo lona jwalo, le bolaya matswalo a ba fokolang, le sitelwa Kreste. Ka baka leo, haeba dijo di dihela ngwaneso sebeng, nke ke ka ja nama le ka mohla, hore ke se ke ka dihela ngwaneso sebeng. Na ha ke motho ya lokolohileng? Na ha ke moapostola? Ana ha ke a ka ka bona Jesu, Morena wa rona? Na lona ha le tholwana ya mosebetsi wa ka ho Morena? Leha ho ba bang ke se moapostola, ho lona bonyane ke yena, hobane ho Morena bopaki bo tiisang hore ke moapostola ke lona ka sebele. Ho ba nqosang, boikarabello ba ka ke bona: Na ha re na tokelo ya ho ja le ho nwa? Na ha re na tokelo ya ho felehetswa kahohle ke mosadi wa Mokreste jwaloka baapostola ba bang, le bana babo Morena, le Kefase? Kapa na ke rona le Baranabase feela ba tlamehileng ho sebetsa hore re iphedise? Na ho kile ha eba teng mohlabani ya sa fumaneng moputso wa hae? Kapa molemi ya sa kgeng morara wa tshimo ya hae? Kapa modisana ya sa jeng lebese la mohlape wa hae? Dipolelo tsena hase tsa botho feela, Molao le wona o rialo. Molaong wa Moshe ho ngotswe, ho thwe: “E polang ha e tlangwe molomo.” Na Modimo o tsotella dikgomo feela? Na ha ho a totobala hore o bua ka rona, ha a rialo? E, ho hlile ho ngoletswe rona: ya lemang, kapa ya polang, o tshwanetse ho lema, kapa ho pola, ka tshepo ya hore o tla ba le kabelo dijong. Ha e le mona re le jaletse tsa moya, na e ka ba mohlolo ho kotula tsa lona tsa lefatshe? Haeba ba bang ba ena le tokelo eo ho lona, na tokelo ya rona e ke ke ya eba kgolo ho feta ya bona? Leha ho le jwalo, ha re a ka ra sebedisa tokelo eo, empa re iphapanyeditse tsohle, e le hore re se ke ra kgina molaetsa o molemo wa Kreste. Na ha le tsebe hore ba sebetsang ka Tempeleng ba ja tseo e leng tsa Tempele, le hore ba nyehelang mahlabelo aletareng ba abelwa tsa mahlabelo ao? Ka mokgwa o jwalo, Morena le yena o laetse hore ba phatlalatsang molaetsa o molemo, ba iphedise ka hona. Empa nna, ha ke eso sebedise le e nngwe ya ditokelo tsena, ebile ha ke ngole tjena hore le nna ke di fumane. Nka mpa ka shwa, ho ena le hore motho a nkamohe lebaka lena la ka la ho ithorisa. Ha ke na tokelo ya ho ithorisa hobane feela ke bolela molaetsa o molemo; etswe ke tlameha ho etsa jwalo. Nka ba madimabe haeba ke sa phatlalatse molaetsa o molemo. Hoja ke etsa mosebetsi ona ka boithaopo, ke ne ke tla lebella moputso, empa kaha e se ka boithaopo, ke phetha feela mosebetsi oo ke o abetsweng. Jwale moputso wa ka ke ofe? Ke hore ke bolele molaetsa o molemo ke sa lefuwe, ka ho se sebedise tokelo eo ke nang le yona ka baka la mosebetsi wa ho phatlalatsa molaetsa oo. Ke motho ya lokolohileng, ya seng taolong ya mang kapa mang, empa ke ikentse lekgoba la bohle, hore ke tle ke hape ba bangata. Ho Bajuda ke bile jwaloka Mojuda, hore ke tle ke hape Bajuda. Leha nna ke se tlasa Molao wa Moshe, ho ba leng tlasa Molao oo ke bile jwaloka ya tlasa Molao, hore ke tle ke hape ba tlasa wona. Hape, ho baditjhaba ba seng tlasa Molao wa Moshe, ke bile jwaloka ya seng tlasa Molao oo, hore ke tle ke hape ba seng tlasa wona. Hase ho re ha ke tlasa Molao wa Modimo, ke mpa ke le taolong ya molao wa Kreste. Ho ba fokolang ke bile jwaloka ya fokolang, hore ke tle ke hape ba fokolang. Ke bile tsohle ho bohle, hore bonyane ke tle ke pholose ba bang. Tsena tsohle ke di etsa ka baka la molaetsa o molemo, hore ke tle ke be le kabelo melemong ya wona. Ha ke re le a tseba hore ba kenang dipapading tsa lebelo ba matha kaofela, empa moputso o fumanwa ke a le mong feela? Le lona mathang, le tle le iphumanele moputso. Bohle ba kenang tlhodisanong ba thapisa mmele ya bona. Empa bona ba etsa jwalo hore ba tle ba fumane mofapahlooho o senyehang; athe rona re etsa jwalo hore re tle re fumane o sa senyeheng. Ha e le nna, ha ke mathe feela jwaloka hoja ha ke na sepheo; ha ke lwane ka ditebele jwaloka hoja ke fuphula moya feela. Empa ke hlokofatsa mmele wa ka, mme ke a o thapisa, esere mohlomong, ha ke se ke phatlalleditse ba bang molaetsa o molemo, yaba nna ke a lahlwa. Bana beso, ke rata ha le tseba hore baholoholo bohle ba rona ba ne ba tsamaiswa ke leru, mme bohle ba tshela lewatle. Bohle ba kolobetswa lerung le lewatleng, hore e be balatedi ba Moshe. Bohle ba ja sejo sa moya se tshwanang. Hape ba nwa seno sa moya se tshwanang, hobane ba ile ba enwa Lefikeng la moya le neng le ba latetse. Lefika leo ke Kreste. Empa Modimo ha a a ka a kgahlwa ke ba bangata ba bona, mme ba ile ba shwela lehwatateng ka bongata. Tsena di etsahetse hore e be mohlala ho rona, hore re se ke ra lakatsa tse kgopo, jwalokaha ba ne ba di lakatsa. Le se ke la sebeletsa medimo ya bohata, jwaloka ba bang ba bona, hobane ho ngotswe, ho thwe: “Setjhaba sa dulela ho ja le ho nwa, sa nto ema sa bapala.” Re se ke ra etsa bohlola, jwalokaha ba bang ba bona ba ile ba bo etsa, mme ka letsatsi le le leng ha ketoha ba dikete tse mashome a mabedi a metso e meraro. Re se ke ra leka Morena, jwalokaha ba bang ba bona ba ile ba mo leka, mme ba bolawa ke dinoha. Hape le se ke la dumaduma, jwalokaha le ba bang ba bona ba ile ba dumaduma, mme ba timetswa ke Motimetsi. Jwale tsena di ile tsa etsahala ho bona, hore e be mohlala, mme tsa ngollwa rona ho re hlokomedisa, rona bao mehla ya bofelo e re fihletseng. Ka baka leo, ya lekanyang hore o tsitsitse, a ele hloko, esere a wa. Ha ho meleko e kileng ya le hlahela, e fetang matla a botho. Modimo o a tshepahala, mme a ke ke a dumela hore le lekwe ho feta matla a lona. Ha le lekwa o tla le fa matla a ho mamella, le monyetla wa hore le tsebe ho hlola. Ka baka leo, baratuwa ba ka, furallang tshebeletso ya medimo ya bohata. Ke bua le lona le le ba bohlale; ke re le ikahlolele hore na ke reng. Na senwelo se hlohonolofaditsweng, seo re se lebohang, hase se re abelang madi a Kreste na? Le bohobe boo re bo ngwathang, na hase mokgwa wa ho abelwa mmele wa Kreste na? Le hoja re le bangata, re mmele o le mong, hobane bohobe bo bong, mme bohle re ja bohobe boo bo le bong. Bonang Baiseraele ba tswalo! Na ba jang nama ya mahlabelo, ha ba be le kabelo tshebeletsong e etswang aletareng? Ebe ke bolelang? Hore seo bahedene ba se hlabelang medimo ya bohata ke letho? Kapa hore modimo wa bohata ke letho? Tjhe, ke bolela hore tseo ba di hlabelang medimo ya bohata ba di hlabela bademona, e seng Modimo. Ha ke lakatse ha le ka ikopanya le bademona. Ha le ka ke la nwela senwelong sa Morena le senwelong sa bademona. Ha le ka ke la jela tafoleng ya Morena le tafoleng ya bademona. Kapa na re ka phephetsa Morena? Na re mo feta ka matla? Le re: “Tsohle di dumeletswe,” empa hase ho re tsohle di na le molemo. E, tsohle di dumeletswe, empa hase ho re tsohle di na le thuso. Ho se be ya ipatlelang tse molemo, empa e mong a batlele e mong tse molemo. Le ka ja dijo dife le dife tse rekiswang tlung ya dijo, ka matswalo a kgutsitseng, le sa botse letho, hobane “lefatshe ke la Morena, le tsohle tse ho lona.” Ha e mong wa bao e seng badumedi a le memela dijong, mme le rata ho ya, le je tsohle tseo a le fang tsona, ka matswalo a kgutsitseng, le sa botse letho. Empa ha e mong a ka re ho lona: “Sena ke se hlabetsweng medimo ya bohata,” le se ke la se ja ka baka la eo ya le boleleletseng, le ka baka la letswalo. Ha ke bolele letswalo la hao, ke bolela la eo ya o boleletseng. Empa ke hobaneng ha bolokolohi ba ka bo laolwa ke letswalo la e mong? Ha ke leboha Modimo ka seo ke se jang, ho ya kang ha ke nyefolelwa ho leboha hoo? Ka baka leo, ebang le a ja, kapa le a nwa, kapa le etsa eng kapa eng, tsohle le di etsetse ho tlotlisa Modimo. Le se kgopise motho, e ka ba Mojuda, kapa moditjhaba, kapa le kereke ya Modimo, jwalokaha le nna ke leka ho thabisa bohle, dinthong tsohle. Ha ke ipatlele se molemo ke le mong, ke se batlela le ba bangata, hore ba tle ba pholoswe. Latelang mohlala wa ka, jwalokaha le nna ke latela wa Kreste. Ke a le rorisa hobane kamehla le a nkgopola, mme le boloka tsohle kamoo ke di fetiseditseng ho lona kateng. Empa ke rata hore le utlwisise hore Kreste ke hlooho ya monna e mong le e mong, monna ke hlooho ya mosadi, athe Modimo ke hlooho ya Kreste. Monna e mong le e mong ha a rapela kapa a porofeta a rwetse ho hong hloohong, o tlontlolla Kreste. Mosadi e mong le e mong ha a rapela kapa a porofeta, a sa rwala letho hloohong, o tlontlolla monna wa hae; ha ho phapano mahareng a hae le mosadi ya kutileng lekorana. Ha mosadi a sa rwala letho, ho molemo hore a kute. Haeba e le ntho e tlontlollang hore mosadi a kute kapa a beole moriri, eka kgona a rwale ho hong hloohong. Ha ho hlokahale hore monna a rwale letho hloohong, hobane ke setshwantsho sa Modimo, mme o bontsha tlotla ya hae. Empa mosadi yena o bontsha tlotla ya monna wa hae. Etswe mosadi o tswile ho monna, athe monna ha a ya tswa ho mosadi. Ebile mosadi o bopilwe ka baka la monna, athe monna ha ya bopjwa ka baka la mosadi. Ka baka la mangeloi, mosadi o tshwanetse ho rwala ho hong hloohong, e leng pontsho ya hore o tlasa taolo ya monna wa hae. Athe mahlong a Morena, monna ke wa bohlokwa ho mosadi, le mosadi ke wa bohlokwa ho monna, hobane jwalokaha mosadi a tswile ho monna, le yena monna o tswalwa ke mosadi, mme tsohle di tswa ho Modimo. Ikahloleleng e le lona. Na ho a lokela hore mosadi a rapele Modimo a sa rwala letho hloohong? Ka tlhaho ho a tlontlolla hore monna a hodise moriri wa hae. Empa ha mosadi a hodisa moriri wa hae e ba tlotla ho yena, hobane o neilwe moriri o molelele, hore e tle e be lesira ho yena. Haeba e mong a rata ho phea kgang ka hona, rona, esita le dikereke tsa Modimo, ha re na moetlo o jwalo wa ho rapela. Jwale, ka tseo ke tla di bolela, ha ke le rorise, hobane diphutheho tsa lona ha di na thuso. Taba ya pele, ke utlwa hore dikarohano di teng hara lona, diphuthehong tsa lona tsa kereke, mme ke batla ke dumela jwalo. E, eka kgona dikarohano di be teng hara lona, e le hore bao e leng ba nnete ba tle ba bonahale. Ka baka leo, ha le phutheha mmoho, ha le phuthehele ho ja Selallo sa Morena, hobane ha le le dijong, e mong le e mong o potlakela ho itjella tsa hae, e mong a lape, e mong a tahwe. Na ha le na mahalona moo le ka itjellang, kapa la inwella teng? Kapa le nyedisa kereke ya Modimo, mme le hlabisa ba se nang letho dihlong? Le re ke reng ho lona? Ke le rorise? Tjhe, tabeng ena nke ke ka le rorisa. Nna ke amohetse ho Morena seo ke le neileng sona, e leng hore, ka bosiu boo Morena Jesu a ileng a ekwa ka bona, o ile a nka bohobe, a leboha, a bo ngwatha, a re: “Hona ke mmele wa ka, o fanwang ka baka la lona. Etsang hona ho nkgopola.” Ka mokgwa o jwalo, ha ho se ho laletswe, a nka senwelo, a re: “Senwelo sena ke selekane se setjha se tiiswang ka madi a ka. Kamehla ha le enwa, le etse jwalo ho nkgopola.” Kamehla ha le eja bohobe bona, mme le nwela senwelong sena, le phatlalatsa lefu la Morena ho fihlela a kgutla. Ka baka leo, mang kapa mang ya jang bohobe ba Morena, kapa ya nwelang senwelong sa Morena ka mokgwa o sa lokelang, o tla be a sitelwa mmele le madi a Morena. Kahoo, motho ka mong a ke a itekole pele, e be hona a jang bohobe boo, mme a nwelang senwelong seo. Ya jang le ya nwang a sa kgetholle hore ke mmele wa Morena, o ipitsetsa kahlolo. Ke ka baka leo ho nang le ba bangata hara lona, ba kulang le ba fokolang, mme ba bangata ba se ba shwele. Hoja re ye re itlhahlobe pele, Modimo o ne a ke ke a re ahlola. Empa re a tsuwa, mme re otlwa ke Morena, e le hore re tle re se ke ra ahlolwa mmoho le lefatshe. Ha ho le jwalo, bana beso, ha le phuthehela ho ja, fanang sebaka. Haeba e mong a lapile, a no ja ha hae, e le hore ho phutheha ha lona ho se ke ha le tlisetsa kahlolo. Ha e le ka tse ding, ke tla di lokisa mohla ke fihlang. Bana beso, tabeng ya dineo tsa Moya ke rata ha le ka ba le tsebo. Le a tseba hore ha le ne le sa le bahedene le ne le latela medimo ya bohata, e semumu, ho ya kamoo e neng e le hohela kateng. Ke ka baka leo, ke le tsebisang hore ha ho motho ya nang le Moya o Halalelang ya ka reng: “Jesu o rohakehile;” ebile ha ho motho ya ka reng: “Jesu ke Morena,” ha a se na Moya o Halalelang. Ho na le dineo tse fapaneng, empa Moya o fanang ka tsona o mong. Ho na le mekgwa e fapaneng ya ho sebeletsa, empa Morena ya sebeletswang o mong. Ho na le mesebetsi e fapaneng, empa Modimo ya sebetsang tsohle ho bohle o mong. E mong le e mong o amohetse neo ya ho bonahatsa Moya hore bohle ba fumane molemo. Moya o nea e mong ho bua ka bohlale, athe wona Moya oo o nea e mong ho bua ka tsebo. Moya o nea e mong tumelo, athe wona Moya oo o nea e mong neo ya ho fodisa. Moya o nea e mong matla a ho etsa mehlolo, e mong ho porofeta, e mong ho kgetholla meya; Moya o nea e mong neo ya ho bua ka maleme asele, athe e mong o mo nea ho a hlalosa. Tsena tsohle di etswa ke wona Moya oo o le mong feela, mme o abela e mong le e mong kamoo o ratang kateng. Jwalokaha mmele o le mong o ena le ditho tse ngata, mme ditho tsohle tsa mmele, leha di le ngata, e le tsa mmele o le mong, le yena Kreste o jwalo. Bohle re kolobeleditswe ho ba mmele o le mong, ka Moya o le mong; leha re ka ba Bajuda kapa Bagerike, makgoba kapa balokolohi, re amohetse Moya o le mong. Efela mmele hase setho se le seng, empa ke ditho tse ngata. Haeba leoto le ka re: “Erekaha ke se letsoho, ha ke karolo ya mmele,” ho rialo ho ke ke ha etsa hore le kgaotse ho ba karolo ya mmele. Haeba tsebe e ka re: “Erekaha ke se leihlo, ha ke karolo ya mmele,” ho rialo ho ke ke ha etsa hore le kgaotse ho ba karolo ya mmele. Haeba mmele wohle e ne e le leihlo, ho ne ho tla utluwa kang? Haeba mmele wohle e ne e le tsebe, ho ne ho tla fofonelwa kang? Empa Modimo o hlophile ditho tsa mmele, se seng le se seng, kamoo a ratang kateng. Haeba ditho tsohle e ne e le setho se le seng, mmele o ka be o le kae? Jwale ditho di ngata, empa mmele o mong. Leihlo le ke ke la re ho letsoho: “Ha ke o hloke;” le hlooho e ke ke ya re ho maoto: “Ha ke le hloke.” Esita le ditho tsa mmele tseo e kang di fokola haholo, ke tsa bohlokwa. Ditho tsa mmele tseo re hopolang hore ha di hlomphehe haholo, re di hlompha ho feta; ditho tsa rona tseo re leng dihlong ka tsona, re di apesa ka hlompho e fetisisang; e leng seo ditho tsa rona tseo re seng dihlong ka tsona di sa se hlokeng. Empa Modimo o bopile mmele, a nea ditho tse eisehang hlompho e fetisisang, e le hore ho se be twantshano mmeleng, ditho di hlokomelane. Haeba setho se seng se utlwa bohloko, ditho tse ding tsohle di utlwa bohloko le sona; kapa ha se seng se roriswa, tse ding tsohle di thaba le sona. Lona le mmele wa Kreste. E mong le e mong wa lona ke setho sa wona. Bao Modimo a ba beileng kerekeng ke bana: ba pele ke baapostola, ba bobedi ke baporofeta, ba boraro ke baruti; ho nto latela ba etsang mehlolo, le ba dineo tsa ho fodisa kapa ho thusa ba bang, kapa ho busa, kapa ho bua ka maleme asele. Na bohle ke baapostola? Kapa bohle ke baporofeta? Kapa bohle ke baruti? Kapa bohle ke ba etsang mehlolo? Na bohle ba na le neo ya ho fodisa? Kapa bohle ke ba buang ka maleme asele? Kapa bohle ke ba hlalosang maleme ao? Labalabelang dineo tsa bohlokwa. Jwale ke tla le bontsha tsela e ntle ka ho fetisisa. Leha nka bua dipuo tsa batho le tsa mangeloi, empa ke se na lerato, ke itshwanela feela le tshepe e llang kapa lekapa le etsang mangenengene. Leha nka ba le neo ya boporofeta, mme ka tseba diphiri tsohle tsa Modimo, ka ba ka di utlwisisa, esita leha nka ba le tumelo yohle e hlokahalang ho suthisa dithaba, empa ke se na lerato, ha ke letho. Leha nka fana ka tsohle tseo ke nang le tsona, esita leha nka neelana ka mmele wa ka hore o tjheswe, empa ke se na lerato, ha ho nthuse letho. Lerato le na le mamello, lerato le mosa; ha le na mohono, ha le na boikakaso, ha le na boikgohomoso, ha le na mekgwa e mebe, ha le ikgopolele, ha le halefe, ha le na disuwa, ha le thabele bokgopo, empa le thabela nnete. Le iphapanyetsa tsohle, le dumela tsohle, le tshepa tsohle, le mamella tsohle. Lerato ha le ka ke la fela le ka mohla, empa dipolelo tsa boporofeta di tla fela, le neo ya maleme asele e tla kgaotsa, le tsebo e tla fela. Re tseba ka mokgwa o sa phethahalang, mme re porofeta ka mokgwa o sa phethahalang, empa mohla ho hlahang ho phethehileng, ho sa phethahalang ho tla fela. Ha ke ne ke sa le ngwana, ke ne ke bua jwaloka ngwana, ke hopola jwaloka ngwana, ke nahana jwaloka ngwana, empa ha ke se ke le monna, ke tlohetse tsa bongwana. Hajwale re bona ka seipone, ka lerootho, empa mohlang oo re tla bona jwalokaha difahleho di tadimane. Hajwale ke tseba ka mokgwa o sa phethahalang, empa mohlang oo ke tla tseba jwalokaha Modimo a ntseba. Jwale tsena tse tharo, e leng tumelo, le tshepo, le lerato, di tla nne di be teng, empa e kgolo ho tsona ke lerato. Folofellang lerato. Labalabelang dineo tsa moya, haholo neo ya ho porofeta. Motho ya buang ka leleme lesele ha a bue le batho, o bua le Modimo, hobane ha ho ya mo utlwisisang. O bolela diphiri ka Moya o Halalelang. Ya porofetang o bua le batho, o a ba matlafatsa, o a ba kgothatsa, o a ba tshedisa. Ya buang ka leleme lesele o a imatlafatsa, empa ya porofetang o matlafatsa phutheho. Nka thabela ha lona bohle le ka bua ka maleme asele, empa nka thabiswa haholo ke ha le porofeta. Ya porofetang ke motho wa bohlokwa ho feta ya buang ka leleme lesele, haese haeba yena a ka itlhalosa, e le hore phutheho e matlafale. Jwale, bana beso, ho tla le thusa kang ha nka tla ho lona, ke bua ka leleme lesele, ntle le haeba puo ya ka e le senolela tsa Modimo, kapa tsebo, kapa boporofeta, kapa thuto? Le diletsa tse sa pheleng, tse kang lekodilo le lekoope, ha di sa qaqolohanye dinoto hantle, motho a ka tseba jwang pina eo di e letsang? Hona haeba modumo wa terompeta o sa utlwahale hantle, ke mang ya ka hlomellang ntwa? Le ho lona ho jwalo. Motho a ka le utlwisisa jwang haeba le bolela se sa utlwahaleng hantle ka leleme lesele? Le tla be le polela kathoko ho seotlo. Dipuo di mefutafuta mona lefatsheng, empa e nngwe le e nngwe e a utlwahala. Ka baka leo, ha ke sa tsebe puo e buuwang, ya e buang e tla ba moditjhaba ho nna, le nna ke be moditjhaba ho yena. Kaha le lona le labalabela dineo tsa Moya, batlang tse ngata tse tla matlafatsa phutheho. Ka baka leo, ya buang ka leleme lesele a rapelle hore a sitswe ka neo ya ho hlalosa se bolelwang. Ha ke rapela ka leleme lesele, ho tla be ho rapela moya wa ka, empa kelello ya ka yona e robetse. Ke etse jwang? Ke tla rapela ka moya, ke be ke rapele le ka kelello. Ke tla bina ka moya, ke be ke bine le ka kelello. Ho seng jwalo, ha ho ka ba teng phuthehong motho eo e esong ho be Mokreste, o tla re “Amen!” jwang thapelong ya hao ya teboho, athe ha a utlwisise seo o se bolelang? Leha wena o rapetse hantle, thapelo ya hao ya teboho ha e thuse motho eo. Ke leboha Modimo, hobane ke tseba ho bua ka maleme asele ho le feta kaofela. Empa phuthehong nka rata ho bua mantswe a mahlano, a utlwisiswang, hore ke rute ba bang, ho ena le ho bua mantswe a diketekete a sa utlwahaleng. Bana beso, le se ke la nahana jwaloka bana, le nahane jwaloka batho ba baholo, empa le be masea ka nqeng ya bobe. Molaong ho ngotswe, ho thwe: “Ke tla bua le setjhaba sena ka maleme a batho basele, ka maleme a baditjhaba; leha ho le jwalo ha se a ka sa mmamela,” ho rialo Morena. Ho bua ka maleme asele ke pontsho e etsetswang ba sa dumelang, e seng badumedi; athe neo ya boporofeta ke ya badumedi, e seng ya ba sa dumelang. Ka baka leo, ha kereke yohle e phuthehetse sebakeng se le seng, mme bohle ba bua ka maleme asele, jwale ho kena bao e esong ho be Bakreste kapa ba sa dumeleng, na ha ba tlo re le a hlanya? Empa haeba bohle ba porofeta, e mong ya sa dumeleng, kapa eo e esong ho be Mokreste, ha a kena o tla kgodiseha, mme a ahlolwe ke se buuwang ke bohle. Makunutu a pelo ya hae a tla senoleha. O tla itihela fatshe, a kgumamele Modimo, a phatlalatse, a re: “Ruri Modimo o teng hara lona.” Jwale, ke tla reng bana beso? Ke re: Kamehla ha le phuthehile, e mong a bine sefela, e mong a rute, e mong a le senolele tsa Modimo, e mong a bue ka leleme lesele, e mong a hlalose puo eo. Tsena tsohle di etsetswe ho matlafatsa phutheho. Haeba ho buuwa ka maleme asele, ho bue ba babedi, kapa ba sa feteng boraro; ba bue ka ho hlahlamana, mme e mong a hlalose. Empa haeba ho se ya hlalosang, sebui le sona se thole phuthehong; se mpe se bue ka pelo, se bue le Modimo. Ho ba porofetang ho bue ba babedi, kapa ba bararo, mme ba bang ba ahlole se bolelwang. Haeba e mong, phuthehong, a senolelwa ho hong, ya ntseng a bua a thole, ba bang ba ahlole se bolelwang. Bohle le ka porofeta, empa e be ka tlhlahlamano, e le hore bohle ba tle ba ithute, mme bohle ba kgothatswe. Eka kgona baporofeta ba laole moya wa boporofeta oo ba nang le wona, hobane Modimo ke Modimo wa kgotso, e seng wa moferefere. Jwaloka dikerekeng tsohle tsa badumedi, eka kgona basadi ba thole diphuthehong; ha ba a dumellwa ho bua. Kamoo le Molao o bolelang kateng, ba lokela ho laolwa. Haeba ho ena le seo ba lakatsang ho se tseba, eka kgona ba botse banna ba bona ha ba le malapeng a bona, hobane ho dihlong hore mosadi a bue phuthehong. Na ebe lentswe la Modimo le tswile ho lona, kapa na ke lona feela ba le amohetseng? Haeba e mong o teng ya lekanyang hore ke moporofeta, kapa o na le neo ya Moya wa Modimo, eka kgona a hlokomele hore tseo ke le ngollang tsona ke molao wa Morena. Empa haeba motho a sa amohele tsena, le yena a ke ke a amoheleha ho Modimo. Ka baka leo, bana beso, batlang neo ya ho porofeta, le se ke la thibela ba buang ka maleme asele. Tsohle di etswe ka tshwanelo le ka molao. Jwale, bana beso, ke le hopotsa molaetsa o molemo oo ke le boleletseng wona, oo le o amohetseng, oo le tiileng ho wona, oo le tla pholoswa ka wona, ha le o boloka kamoo ke le boleletseng wona kateng; ho seng jwalo tumelo ya lona ke ya lefeela. Pele ho tsohle, ke le neile seo nna ke se amohetseng, e leng hore Kreste o shwele ka baka la dibe tsa rona, ho ya kamoo Mangolo a bolelang kateng, le hore o ile a patwa, a ba a tsoha bafung ka tsatsi la boraro. O ile a iponahatsa ho Kefase, hamorao ho ba leshome le metso e mmedi. Kamorao ho moo a iponahatsa ka nako e le nngwe ho badumedi ba fetang makgolo a mahlano, bao ba bangata ba bona ba ntseng ba phela le kajeno, leha ba bang ba bona ba se ba shwele. A nto iponahatsa ho Jakobo, kamorao ho moo ho baapostola kaofela. Qetellong, kamorao ho bohle, a iponahatsa ho nna, ya jwaloka sefolotsana. Ho baapostola ke nna e monyenyane, ho bile ho a roneha hore ke bitswe moapostola, hobane ke ile ka hlorisa kereke ya Modimo. Empa ke ka mohau wa Modimo ke leng seo ke leng sona, mme mohau wa Modimo ho nna ha o a ka wa fetoha lefeela. Ke sebeditse ho feta baapostola bohle, le hoja e se ka bonna, e le ka mohau wa Modimo o ho nna. Jwale leha e le nna kapa bona, re ruta jwalo, le lona le dumela jwalo. Erekaha molaetsa wa rona o bolela hore Kreste o tsohile bafung, ba bang ba lona ba ka bolela jwang hore tsoho ya bafu ha e yo? Haeba tsoho ya bafu ha e yo, le Kreste ha a ya tsoha bafung, mme haeba Kreste ha a ya tsoha bafung, thuto ya rona le tumelo ya lona ke lefeela. Ho feta moo, haeba ke nnete hore ha ba tsohe, re pakela Modimo ka leshano, hobane re re o tsositse Kreste bafung, empa a sa mo tsosa. Haeba bafu ba sa tsohe, le yena Kreste ha a ya tsoha. Jwale haeba Kreste ha a ya tsoha bafung, tumelo ya lona ke lefeela, le sa ntsane le le dibeng tsa lona. Le ba shwetseng ho Kreste e tla ba ba timetse. Haeba Kreste re mo tshepetse bophelo bona feela, re madimabe ho feta batho bohle. Empa Kreste o fela a tsohile bafung, mme ke yena letsibolo la ba shweleng. Erekaha lefu le hlahile ka motho, le tsoho ya bafu e hlaha ka motho. Jwalokaha bohle ba eshwa ka baka la Adama, bohle ba tla boela ba phela ka baka la Kreste. E mong le e mong o tla tsoha ka nako ya hae: Kreste ke letsibolo, e nto ba bao e tla be e le ba Kreste, mohla a kgutlang. Kamorao ho moo e tla ba bofelo, mohla Kreste a busetsang borena ho Modimo Ntatae, hoba a fedise mebuso yohle, le borena bohle, le matla wohle, hobane eka kgona Kreste a buse ho fihlela Modimo a bea dira tsohle tsa hae katlasa maoto a hae. Lefu ke sera sa ho qetela se tla fediswa. Mangolo a re: “Tsohle Modimo o di beile katlasa maoto a hae.” Feela ha ho thwe “tsohle” ho pepenene hore ha ho balellwe le Modimo, e leng yena ya beileng tsohle katlasa Kreste. Empa etlare ha tsohle di se di beilwe katlasa Kreste, Mora le yena o tla ba katlasa Modimo, ya beileng tsohle katlasa hae, hore Modimo a tle a buse tsohle, hohle. Haeba ho sa be jwalo, ba kolobetswang bakeng sa bafu ba tla fumana eng? Haeba ho hang bafu ha ba na ho tsoha, ke ka baka lang ha ba kolobetswa bakeng sa bafu? Rona ke ka baka lang re leng kotsing ka nako tsohle? Bana beso, ke tjametswe ke lefu ka matsatsi wohle! Ke bolela hona ke ithorisa ka lona ho Jesu Kreste Morena wa rona. Haeba ke lwanne e mahlomafubedu mona Efese ka mabaka a botho feela, ke ruileng ka hoo? Haeba bafu ba sa tsohe, “a re jeng, re inwelleng, hobane hosasane re tla be re shwele.” Le se ke la ithetsa. “Ditlwaelano tse mpe di senya mekgwa e metle.” Hlaphohelwang, mme le se ke la nna la etsa sebe. Ba bang ha ba tsebe Modimo; ke rialo hore le hlajwe ke dihlong. Empa e mong o tla re: “Bafu ba tla tsoha jwang? Ka mmele o jwang?” Sethoto towe! Seo o se jalang se ke ke sa mela, ha se sa shwe pele. Ha o jala, ha o jale semela, empa o jala tlhaku feela, ya koro kapa ya mofuta o mong. Ka yona Modimo o medisa semela, kamoo a ratang kateng, ho ya ka mefuta e fapaneng ya ditlhaku. Mefuta ya nama ha e tshwane; ho na le nama ya batho, le ya diphoofolo, le ya dinonyana, le ya ditlhapi. Ho na le dibopuwa tsa lehodimo le tsa lefatshe, empa kganya ya tsa lehodimo ha e tshwane le kganya ya tsa lefatshe. Ho na le kganya ya letsatsi, le ya kgwedi, le ya dinaledi, empa le kganya ya dinaledi ha e tshwane. Le tsoho ya bafu e jwalo. Mmele o jalwa e le o bolang, o tla tsoha e le o sa boleng. O jalwa e le o eisehang, o tla tsoha e le o tlotlehang. O jalwa e le o fokolang, o tla tsoha e le o matla. O jalwa e le wa nama, o tla tsoha e le wa moya. Ha e le mona mmele o le teng oo e leng wa nama feela, le wona wa moya o teng, hobane Mangolo a re: “Motho wa pele, Adama, ya eba sebopuwa se phelang;” Adama wa mehla ya bofelo ke yena moya o phedisang. Se bileng teng pele hase sa moya, ke sa nama; ha nto hlaha sa moya. Motho wa pele o tswa mobung, ke wa lefatshe; motho wa bobedi yena o tswa lehodimong. Bao e leng ba lefatshe ba tshwana le wa lefatshe, athe bao e leng ba lehodimo ba tshwana le wa lehodimo. Jwalokaha re futsitse wa lefatshe, eka kgona re futse le wa lehodimo. Bana beso, jwale ke re ho lona: Nama le madi di ke ke tsa eja lefa la Mmuso wa Modimo, le se bolang se ke ke sa eja lefa la se sa boleng. Mamelang, ke le bolelle sephiri: Ha re na ho shwa kaofela, empa kaofela re tla fetoha, hanghang, ka ho panya ha ntshi, ha ho lla terompeta ya mehla ya bofelo, hobane terompeta e tla lla, bafu ba tla tsoha ba se ke ba bola, mme rona re tla fetoha. Eka kgona se bolang sena se apare ho se bole, le se shwang sena se apare ho se shwe. Ha se bolang sena se se se apare ho se bole, mme se shwang sena se se se apere ho se shwe, ke moo ho tla phethahala polelo ya Mangolo, e reng: “Lefu le fedisitswe, la hlolelwa ruri. Wena lefu, tlholo ya hao e hokae? Wena lefu, motsu wa hao o hokae?” Motsu wa lefu ke sebe, mme matla a sebe ke Molao. Ha ho le jwalo, a re leboheng Modimo ya re neileng ho hlola ka Morena wa rona Jesu Kreste. Ka baka leo, bana beso ba ratehang, le tiye, le se ke la thekesela, le nne le sebeletse Morena ka mesebetsi e mengatangata kamehla, le ntse le tseba hore mofufutso wa lona hase wa lefeela pela Morena. Tabeng ya koleke e etsetswang badumedi, le lona le etse jwalokaha ke laetse dikereke tsa Galatia. Ka tsatsi le qalang beke, e mong le e mong wa lona a bee ho hong kathoko ha hae, ho ya kamoo a sitsitsweng kateng; dikoleke di etswe ke eso fihle. Ha ke fihla, ke tla romela bao le ka ba kgethang ka mangolo hore ba ise dimpho tsa lona tsa mohau Jerusalema. Haeba ho hlokeha hore le nna ke ye, ke tla ya le bona. Ke tla feta le ho lona ha ke potolohile Masedonia, hobane ke ntse ke potoloha Masedonia. Mohlomong ke tla hlola le lona, ke qete mariha, le tle le nthuse ho tswela pele maetong a ka. Ha ke lakatse ho le fapohela feela ke feta, hobane ke ikemiseditse ho dula le lona nako e itseng, ha Morena a rata. Ke tla ba mona Efese ho fihlela ka Pentekonta, hobane teng ke buletswe monyetla o moholo, o atlehang, empa ho bile ho na le ba bangata ba nkganyetsang. Haeba Timothea a ka fihla, le etse hore a dule le lona a se na tshabo, hobane o sebetsa mosebetsi wa Morena jwaloka nna. Ho se be ya mo nyedisang, le mpe le mo fetisetse ho nna ka kgotso, hobane nna le bana babo rona re mo lebeletse. Ha e le ngwanabo rona Apolosi, ke mo kopile haholo hore a tle ho lona le bana babo rona, empa e ne e se thato ya hae ho hang ho tla hona jwale. O tla tla mohla a fumanang sebaka. Fadimehang, tiyang tumelong, emang senna, matlafalang. Etsang tsohle ka lerato. Jwale ke sa na le kopo, bana beso. Le a tseba hore lelapa la Setefanase ke letsibolo bodumeding naheng ya Akaya, mme le ikabetse ho sebeletsa badumedi. Ikokobeletseng ba jwalo, esita le bohle ba sebetsang, ba fufulelwang mmoho le bona. Ke thabetse ho fihla ha Setefanase, le Foretunatose, le Akaikuse, hobane ke bona ba nthusitseng bosiyong ba lona. Ba kgatholotse moya wa ka le ya lona. Ananelang ba jwalo. Dikereke tsa Asia di a le dumedisa. Akulase le Prisilla le kereke e kenelang ha bona ba le dumedisa haholo Moreneng. Bana babo rona bohle ba a le dumedisa. Dumedisanang ka kako e halalelang. Ke nna Paulosi ya ngotseng ditumediso tsena ka letsoho la ka. Haeba ho ena le ya sa rateng Morena, a ke a rohakehe. Marana tha! Morena, tloo! Mohau wa Morena Jesu o ke o be le lona. Lerato la ka le be le lona bohle ho Kreste Jesu. Nna Paulosi, moapostola wa Kreste Jesu ka thato ya Modimo, le Timothea, ngwanabo rona, re dumedisa kereke ya Modimo e Korinthe, mmoho le badumedi bohle ba leng naheng yohle ya Akaya, re re: Mohau le kgotso ya Modimo Ntata rona le ya Morena Jesu Kreste di ke di be le lona. Ho bokwe Modimo, Ntata Morena wa rona Jesu Kreste, Ntata mehauhelo le Modimo wa matshediso wohle. O re tshedisa matshwenyehong wohle a rona, e le hore le rona re tle re tsebe ho tshedisa bohle ba matshwenyehong, ka matshediso ao le rona re tshediswang ka wona ke Modimo. Jwalokaha mahloko a Kreste a re aparetse, ka mokgwa o jwalo le wona matshediso a re ngatafaletse ka Kreste. Ha re tshwenyeha, hona ho le tlisetsa tshediso le pholoho; haeba re a tshediswa, hona ho le tlisetsa tshediso e le thusang ho mamella mahloko ao le rona re a mamellang. Tshepo ya rona ho lona e tiile, hobane re tseba hore, jwalokaha le bile balekane ba rona mahlokong, le teng le tla nne le be bona matshedisong. Bana beso, efela re rata ha le tseba hore matshwenyeho a re hlahetseng Asia a ne a le boima haholo ho feta matla a rona, hoo re bileng ra lahlehelwa ke tshepo ya hore re tla phela. Ra ikutlwa eka re ahloletswe lefu, mme hona ha etsa hore re se ke ra nna ra itshepa, re mpe re tshepe Modimo ya tsosang bafu; e leng yena ya re pholositseng kotsing e kaalo ya ho shwa, mme o tla boela a re pholose. Re tshepile hore o tla nne a re pholose, ha lona le ntse le re tlatsa ka dithapelo tsa lona. Ka mokgwa ona, kaha re tla be re fumane thuso ka ho rapellwa ke batho ba bangata, le teng re tla lebohelwa ho Modimo ke ba bangata. Seo re ithorisang ka sona ke sena: Letswalo la rona le re pakela hore mona lefatsheng re ile ra phedisana le batho, haholo le lona, re se na mano, re ena le nnete ya Modimo; e seng ka bohlale ba botho, empa ka mohau wa Modimo. Ha re a ka ra le ngolla letho, haese seo le se balang, le se utlwisisang. Empa ke tshepa hore le sa tla utlwisisa ka ho tlala seo le seng le se utlwisisa kammoho, e le hore, Letsatsing la ho tla ha Morena Jesu, le tle le ithorise ka rona, jwalokaha le rona re tla ithorisa ka lona. Ka tshepo ena, ke ne ke ikemiseditse ho le etela pele, e le hore ke le thabise ka ho le etela habedi. Ke ne ke tla feta le ho lona ha ke leba Masedonia, ke boele ke kgutlele ho lona ha ke etswa teng, e le hore le tle le nthuse ho kena leetong la ho ya Judea. Ka boikemisetso bona, na ke ne ke tlaila? Kapa na merero ya ka ke ya botho feela, hoo ke tla re “e” le “tjhe” ka nako e le nngwe? Ka nnete ya Modimo, puo ya ka ho lona hase “e” le “tjhe” ka nako e le nngwe, hobane Mora Modimo, Jesu Kreste, eo rona le Silefanose le Timothea re mo phatlaladitseng hara lona, e ne e se “e” le “tjhe”, empa haesale e le “e” feela. Ke yena eo e leng “e” ditshepisong tsohle tsa Modimo. Ke ka baka leo e ntseng e le ka yena re reng “a ho be jwalo!” ha re tlotlisa Modimo. Ke Modimo ka boyena ya re tiisang mmoho le lona ho Kreste; ya re tlotsitseng, ya re tshwaileng ka letshwao la hae, mme ya re fileng Moya o Halalelang dipelong tsa rona, e le ho tiisa hore tse tlang di tla tla. Ke ikana ka bophelo ba ka! Modimo a ka mpakela hore e ne e le ka ho le qenehela, ha ke sa ka ka kgutlela Korinthe. Ditabeng tsa tumelo ya lona, re batla ho sebedisana le lona ka mokgwa o le thabisang, e seng ho le qobella; etswe le se le eme le tiile tumelong. Yaba ke rera hore nke ke ka boela ka le etela ho tla le swabisa, hobane haeba ke le swabisa, ke mang ya tla nthabisa, ntle ho lona bao ke ba swabisitseng? Ke ka hona ke le ngoletseng lengolo leo. Ke ne ke sa rate hore ha ke etla ho lona ke tlo swabiswa ke bona batho ba tshwanetseng ho nthabisa, hobane ke tseba ka ho tlala hore thabo ya ka ke ya lona bohle. Ke ile ka le ngolla ka maikutlo a tshwenyehileng, le ka pelo e tsielehileng, le ka meokgo e keleketlang. E ne e se ho le swabisa, empa e ne e le hore le tle le tsebe boholo ba lerato leo ke le ratang ka lona. Jwale haeba motho a swabisitse e mong, ha a ya swabisa nna, o swabisitse lona; ho se feteletse puo ke re, leha e se lona bohle. Ho lekane hore ebe ya jwalo o etseditswe kotlo ke bongata ba lona. Empa jwale le tshwanela ho mo tshwarela le ho mo tshedisa, esere a sithabetswa ke maswabi a maholo. Ka baka leo, ke le rapela hore le mmontshe hore le fela le mo rata. Ke le ngoletse hore ke nonye maikutlo a lona, ke tle ke be le bopaki ba hore na le mamela dinthong tsohle. Jwale eo le mo tshwarelang, le nna ke a mo tshwarela. Haeba ho na le seo ke se tshwaretseng, ke ka baka la lona, mahlong a Kreste, ke tshwaretseng ya se entseng; esere Satane a re qhekella, etswe re tseba maqiti a hae. Yare ha ke fihla Terowase, moo ke neng ke ilo bolela molaetsa o molemo wa Kreste teng, ka fumana Morena a se a mpuletse tsela. Empa ka se ke ka ba le phomolo moyeng, hobane ha ke a ka ka fumana ngwaneso, Tite. Yaba ke a dumedisa, mme ho tloha moo ka ya Masedonia. A re leboheng Modimo, ya re neang tlholo kamehla ka Kreste, mme ya utlwahatsang ka rona, dibakeng tsohle, monko o monate wa ho mo tseba, hobane rona re monko o monate wa Kreste o yang ho Modimo, o utlwahalang ho ba yang pholohong, le ho ba yang timelong. Ho ba yang timelong ke monko wa lefu, o bolayang; ho ba yang pholohong ke monko wa bophelo, o phedisang. Jwale ke mang ya loketseng tsee? Etswe rona ha re ke ba bangata ba bapatsang ka lentswe la Modimo, empa kahobane re romilwe ke Modimo, re bua nnete mahlong a Modimo, re le bahlanka ba Kreste. Na re boela re qala ho ikemela? Kapa jwaloka ba bang, re hloka mangolo a re emelang ho lona, kapa a tswang ho lona? Ke lona lengolo la rona, le ngotsweng ka dipelong tsa rona, le tsejwang, le balwang ke batho bohle. Ho pepenene hore lona le lengolo la Kreste, le beilweng matsohong a rona, le ngotsweng ka Moya wa Modimo ya phelang, e seng ka enke; le ngotsweng matlapeng a dipelo tsa nama, e seng matlapeng a lejwe. Re na le tshepo e jwalo ho Modimo ka Kreste. Hase hore rona ka borona re na le matla a lekaneng hore re hopole letho jwaloka hoja le tswa ho rona, empa matla a rona a tswa ho Modimo. Ke yena ya re fileng matla a ho ba basebeletsi ba selekane se setjha, seo e leng sa Moya, e seng sa Molao o ngotsweng feela. Molao o ngotsweng o a bolaya, athe Moya o a phedisa. Molao oo tshebeletso ya wona e isang lefung, o ngotsweng ka ditlhaku majweng, o ile wa fanwa ka tlotla, hoo bana ba Iseraele ba neng ba sitwa ho tadima sefahleho sa Moshe, ke baka la tlotla e felang ya sefahleho sa hae. Ha ho le jwalo, na tshebeletso ya Moya e ke ke ya eba le tlotla e fetang eo haholo? Haeba tshebeletso e isang kahlolong e bile le tlotla, tshebeletso e isang ho lokeng e tla ba le tlotla e kgolo haholo hakaakang! Ebile tlotla e neng e kganya hakaalo ka nako e fetileng ha e sa kganya, ka baka la tlotla e kgolohadi ya jwale. Ha se neng se fela se tlile ka tlotla, se sa feleng se tla ba le tlotla e kgolo hakaakang! Kaha re na le tshepo e jwalo, re bua ka sebete, e seng jwaloka Moshe ya neng a ikgurumetsa sefahleho, hore bana ba Iseraele ba se ke ba bona tlotla e felang ya sefahleho sa hae ha e nyamela. Empa dikelello tsa bona di ne di thotofetse. Ho fihlela le kajeno-ya-bokajeno ha ba bala Testamente ya Kgale, lesira lane le ntse le ba siretse, ha le a tloswa; le fediswa ke Kreste feela. Ho fihlela le kajeno-ya-bokajeno, kamehla ha ho balwa buka ya Moshe, lesira le sa kwahetse dipelo tsa bona; athe kamehla ha motho a sokolohela ho Morena, lesira leo le a tloswa. Morena ke Moya, mme moo Moya wa Morena o leng teng tokoloho e teng. Rona bohle, jwaloka seiponeng, re bonahatsa tlotla ya Morena ka difahleho tse kgurumolotsweng, mme yona tlotla eo, e tswang ho Morena e leng Moya, e re fetola hore re tshwane le yena; re ntse re atelwa ke tlotla hoyahoile. Ka baka leo, erekaha re neilwe tshebeletso ena ka mohau, ha re tepelle. Empa re ile ra tela tsa sekgukgu, tse dihlong, ra se ke ra tsamaya ka mano, leha e le ho sotha lentswe la Modimo. Re mpa re phatlalatsa nnete, re leka ho hapa maikutlo a batho bohle, mme le Modimo o a tseba. Haeba molaetsa wa rona o molemo o siretse, o siretse ba yang timelong, e leng ba sa dumelang, bao modimo wa lefatshe lena o foufaditseng dikelello tsa bona hore ba se ke ba bona lesedi la molaetsa o molemo wa tlotla ya Kreste, eo e leng setshwantsho sa Modimo. Ha re ipoledise, re mpa re bolela hore Jesu Kreste ke Morena, le hore rona re basebeletsi ba lona ka baka la Jesu. Modimo ya itseng: “Lesedi le kganye lefifing,” ke yena ya kgantsheditseng dipelo tsa rona, hore di be le lesedi la tsebo ya tlotla ya Modimo, e kganyang sefahlehong sa Kreste. Empa rona re ka dipitsa tsa letsopa tse tshetseng letlotlo lena, hore matla ao a fetisisang e be a Modimo, e seng a rona. Re patiswa ka nqa tsohle, empa ha re bjaratsehe; re a tsieleha, empa ha re nyahame pelo; re a hloriswa, empa ha re furallwe ke bohle; re ratlanngwa fatshe, empa ha re shwe. Re jere mahloko a lefu la Jesu mmeleng ya rona kamehla, hore le bophelo ba hae bo tle bo bonahatswe mmeleng ya rona. Rona ba phelang, kamehla re kotsing ya ho bolawa ka baka la Jesu, hore le bophelo ba hae bo tle bo bonahatswe mmeleng ya rona e shwang. Ka mokgwa o jwalo lefu le sebetsa ho rona, athe bophelo bo sebetsa ho lona. Empa Mangolo a re: “Ke dumetse, ka hona ke a bua.” Ka wona moya o jwalo wa tumelo le rona re a dumela, ka hona re a bua, hobane re a tseba hore ya tsositseng Morena Jesu bafung, le rona o tla re tsosa le Jesu, a re hlahise le lona pela hae. Tsohle di entswe ka baka la lona, hore ha mohau o atela ba bangata, ho be le teboho e fetisisang tlotlisong ya Modimo. Ka baka leo, ha re tepelle. Leha botho ba rona ba nama bo senyeha, botho ba moya bona bo ntjhafala ka letsatsi le letsatsi. Matshwenyeho a rona a bobebe, ke a motsotswana, a re tlisetsa tlotla e kgolohadi, e sa feleng. Re habile tse sa bonweng, e seng tse bonwang, hobane tse bonwang ke tsa mehla ya jwale, empa tse sa bonweng ke tsa mehla e sa feleng. Re tseba hore, mohla lephephe leo re phelang ho lona mona lefatseng le qhaqhollwang, lehodimong re na le lehae leo re le lokiseditsweng ke Modimo, ntlo e sa hahwang ke batho. Bophelong bona re a fehelwa, ka baka la ho labalabela ho kena lehaeng la rona la bobedi, la lehodimo, hobane mohla re keneng ho lona, re ke ke ra fumanwa re hloka lehae. Ruri, rona ba ahileng lephepheng lena, re fehelwa ke ho imelwa, hobane ha re batle ho lahlehelwa ke lehae lena, empa re lakatsa ho fumana le leng la bobedi, hodima lona; e le hore se shwang se metswe ke bophelo. Ya re bopetseng hona, ke Modimo ya re fileng Moya wa hae, e le ho tiisa hore tse tlang di tla tla. Ha ho le jwalo, re kgothetse kamehla, leha re ntse re tseba hore ho phela mmeleng ona ke ho phela hole le Morena. Re phela ka tumelo, e seng ka ho mmona. Ka hona re kgothetse, mme se ka re kgahlang ke ho falla mmeleng ona, re tle re yo aha le Morena. Ka baka leo, leha re ntse re le mmeleng ona kapa re faletse ho wona, re ikitlaeletsa ho mo kgahlisa, hobane eka kgona diketso tsa rona bohle di pepeswe pela setulo sa Kreste sa kahlolo, e le hore motho ka mong a amohele se mo lokelang, ka ho ya ka tse ntle kapa tse mpe tseo a di entseng, ha a sa ntsane a phela mmeleng. Ka ho tseba hore na ho tshaba Morena ke eng, re leka ho kgodisa batho. Modimo o re tseba ka ho tlala; le teng ke tshepile hore le lona, ka dipelo tsa lona, le ntseba ka ho tlala. Ha re sa tla ikemela pela lona, re mpa re le fa sebaka sa ho ithorisa ka rona, e le hore le tle le tsebe ho fetola ba ithorisang ka se bonahalang, e seng ka se ka pelong. Haeba re sa nke hantle ke ka baka la Modimo; haeba re nka hantle, ke ka baka la lona. Lerato la Kreste le a re susumetsa, rona ba kgotsweng hore ha a le mong a shwetse bohle, eba bohle ba shwele le yena. Jwale Kreste o shwetse bohle, e le hore ba phelang ba se hlole ba iphelela, ba mpe ba phelele ya ba shwetseng, a ba a tsoha ka baka la bona. Ha ho le jwalo, ha re sa tseba mang kapa mang ka mokgwa wa botho. Le haeba re ile ra tseba Kreste ka mokgwa wa botho, kajeno ha re sa mo tseba jwalo. Ka tsela ena, ha motho a le ho Kreste, ke mmopuwa e motjha; tsa kgale di fetile, tse ntjha di hlahile. Tsena tsohle di tswa ho Modimo, ya ileng a re boelanya le yena ka Kreste, a ba a re nea mosebetsi wa ho boelanya batho ba bang le yena. Seo ke se bolelang ke hore Modimo o ile a boelanya batho bohle ba lefatshe le yena ka Kreste, ka ho ba leballa dibe tsa bona, le ka ho re nea mosebetsi wa ho ba boelanya le yena. Kahoo re maqosa a Kreste, kaha Modimo a kgothatsa ka rona. Re a le kopa lebitsong la Kreste: Boelanang le Modimo. Kreste ya neng a se na sebe, Modimo o ile a mo nka e le moetsadibe ka baka la rona, e le hore ka yena Modimo a re etse ba lokileng. Jwale rona, re le ba sebetsang mmoho le Modimo, re a le rapela hore mohau wa Modimo le se ke la o amohella lefeela. Modimo o re: “Ka nako ya mohau ke ile ka o araba, ka letsatsi la ho pholoswa ke ile ka o thusa.” Ke eo jwale nako ya mohau; ke leo he letsatsi la pholoho. Hore mosebetsi wa rona o se ke wa nyediswa, ha re ke be re kgopise motho ka letho. Empa dinthong tsohle re itshupa hore re basebeletsi ba Modimo, ka ho ba le tiisetso e kgolo matshwenyehong, ditsietsing, ditlallong, ditjhapong, ditjhankaneng, meferefereng, mesebetsing e boima, ho hloka boroko, tlaleng, ka bohlweki, ka tsebo, ka mamello, ka mosa, ka Moya o Halalelang, ka lerato le se nang boikaketsi, ka dipolelo tsa nnete, ka matla a Modimo, ka dihlomo tsa ho loka ka letsohong le letona le ka ho le letshehadi, leha re tlotliswa kapa re tlontlollwa, leha re buuwa hampe kapa re buuwa hantle. Re nkwa re le bathetsi, empa re bua nnete; re le ba sa tsejweng, empa re tsejwa hantle; re le ba shwang, empa bonang re a phela; re le ba kgalemelwang ka ho shapuwa, empa re sa bolawe; re le ba swabileng, empa re thabile; re le ba futsanehileng, empa re ruisa ba bangata; re le ba se nang letho, empa re ruile tsohle. Bakorinthe, re buile le lona phatlalatsa, re le buletse dipelo tsa rona. Rona re le rata ka pelo yohle, athe dipelong tsa lona lerato ha le yo. Ke re: Re buleleng dipelo tsa lona, kgalapa di buseletsane. Ke bua jwaloka ntata ha a bua le bana ba hae. Le se ke la kgema le ba sa dumeleng. Ho loka le ho se loke di ka kgotsana jwang? Lesedi le ka kopana jwang le lefifi? Na Kreste a ka dumellana le Beleare? Kapa ke eng eo modumedi a ka e kopanelang le ya sa dumeleng? Ana tempele ya Modimo e ka dumellana ka eng le medimo ya bohata? Rona re tempele ya Modimo ya phelang, jwalokaha Modimo a itse: “Ke tla aha, mme ke phele hara bona, ke be Modimo wa bona, bona e be setjhaba sa ka. Ka baka leo, tswang hara bona, le ikarohanye le bona, le se ke la ama letho le silafetseng, mme ke tla le amohela. Ke tla ba ntata lona, mme le tla ba bara le baradi ba ka,” ho rialo Morena ya matla wohle. Ha ho le jwalo, baratuwa, kaha re etseditswe ditshepiso tse jwalo, a re itlhwekiseng ditshileng tsohle tsa nama le tsa moya, ka ho phethahatsa kgalaletso ya rona, re ntse re tshaba Modimo. Re buleleng dipelo tsa lona. Ha ho eo re mo entseng hampe, ha ho eo re mo senyeditseng, ha ho eo re mo qhekanyeditseng. Ha ke bue jwalo ho le ahlola. Jwalokaha ke boletse pele, lona le pelong tsa rona ho pheleng le ho shweng. Ke le tshepile haholo, ke motlotlo ka lona; matshwenyehong a rona wohle ke ntse ke tletse tshepo, thabo ya ka e a kgaphatseha. Yare hoba re fihle Masedonia, ra se ke ra phomola, empa ra tshwenyeha ka mekgwa yohle, ra ba hara diqabang, mme tshabo ya eba teng dipelong tsa rona. Empa Modimo ya kgothatsang ba eisehang o ile a re kgothatsa ka ho tla ha Tite; e seng ka ho tla ha hae feela, empa le ka kgothatso eo a e fumaneng ho lona. O re boleletse kamoo le re hlolohetsweng kateng, kamoo le swabileng kateng, le kamoo le re tjhesehelang kateng. Kahoo ke thabile ka ho fetisisa, hobane le haeba lengolo la ka le ile la le swabisa, ha ke ikwahlaye ha ke le ngotse. Ke ne nka ikwahlaya ka ho bona hore lengolo leo le ile la le swabisa nakwana. Empa jwale ke thabile, e seng kahobane ke ile ka le swabisa, empa e le hobane maswabi a lona a ile a etsa hore le bake. Le ile la swaba ka mokgwa oo Modimo a o ratang; ka baka leo, seo re se entseng ha se a le senyetsa letho. Ho swaba ka mokgwa oo Modimo a o ratang ho hlahisa pako e se nang boikwahlayo, e isang pholohong; athe ho swaba ka mokgwa oo lefatshe le o ratang ho tlisa lefu. Bonang, ho swaba hona ho yang kamoo Modimo a ratang kateng, ho le hlahiseditse thahasello e kaakang, le boitshireletso, le kgalefo, le tshabo, le tlholohelo, le tjheseho, le ho ahlola ya molato! Ka mekgwa yohle le bontshitse kamoo le hlokang molato kateng tabeng ena. Ka baka leo, leha ke le ngoletse hase ka lebaka la ya entseng hampe, kapa ya entsweng hampe, empa e le hore ho bonahale ho lona, mahlong a Modimo, kamoo le re thahasellang kateng. Ka baka leo, re tshedisehile. Kantle ho ho tshediseha hoo ha rona, re ile ra thaba haholo ha re bona kamoo Tite a thabileng kateng. Moya wa hae o ile wa kgathollwa ke lona bohle. Haeba ke ile ka ithorisa ka ho hong ho yena ka lona, ha ke hlajwe ke dihlong. Kamehla re buile nnete ho lona; ka mokgwa o jwalo, le boithoriso ba rona ho Tite e bile ba nnete. Lerato la hae ho lona le ntse le matlafala, ha a hopola kamoo le ileng la mo mamela kateng, le kamoo le ileng la mo amohela ka tshabo le ka thothomelo kateng. Jwale ke thabile, hobane nka le tshepa dinthong tsohle. Bana beso, re le tsebisa mohau wa Modimo o neilweng dikereke tsa Masedonia. Di bile hara teko e matla ya matshwenyeho, empa ka baka la thabo ya tsona e kgaphatsehang, di ile tsa fana ka matsoho a mabedi, leha di futsanehile hakaalo. Ke paka hore di ile tsa fana ho ya kamoo di nang le hona kateng; e, le ho feta kamoo di nang le hona kateng, mme e le ka boithaopo. Di re qopheletse hore di dumellwe ho kenya letsoho thusong ya badumedi. Ka thato ya Modimo, di ile tsa ikabela Modimo pele, tsa nto ikabela le rona, le ho feta kamoo re neng re lebeletse kateng. Re bile ra rapela Tite, ya qadileng mosebetsi ona wa mohau, hore a o phethe ho lona. Jwalokaha le atetswe ke tsohle: tumelo, bokgeleke, tsebo, mafolofolo wohle, le lerato la lona ho rona, le ke le atlehe haholo le ketsong ena ya mohau. Ha ke rialo ka ho le laela, empa e le ho leka ho fumana bonnete ba lerato la lona ka mafolofolo a ba bang. Le tseba kamoo Morena wa rona Jesu Kreste a bileng mohau kateng; leha e ne e le morui, o ile a iketsa mofutsana ka baka la lona, hore ka bofutsana ba hae le tle le be barui. Jwale ke le nea maikutlo a ka tabeng ena: Ho molemo ho lona hore seo le se qadileng ngwahola, ka ho rata, le se qetele. Tswelang pele jwale, le phethe mosebetsi; le thahaselle ho o phetha ka tseo le nang le tsona, jwalokaha le thahaseletse ho o rera. Ha thahasello e le teng, ho amohelwa seo motho a nang le sona, e seng seo a se nang sona. Taba hase hore le thuse ba bang ka ho ipea tsietsing, empa ke hore ho lekanwe. Nakong ya jwale nala ya lona e ba thusa bohloking ba bona, hore le nala ya bona e tle e le thuse bohloking ba lona. Ka tsela ena ho tla lekanwa, jwalokaha ho ngotswe, ho thwe: “Ya bokeletseng haholo ha a a ka a sallwa ke letho, mme ya bokeletseng hanyenyane ha a a ka a haellwa ke letho.” A re leboheng Modimo ya kentseng mafolofolo a jwalo pelong ya Tite, ka baka la lona, hobane o amohetse kopo ya rona, o bile o ithaopile ka mafolofolo a maholo ho tla ho lona. Re mo romile le ngwanabo rona eo botumo ba hae tabeng tsa molaetsa o molemo bo tsejwang ke dikereke tsohle. Ho feta moo, o bile o kgethilwe ke dikereke hore a tsamaye le rona mosebetsing ona wa mohau oo re o etsetsang tlotliso ya Morena, ho bontsha thahasello ya rona. Re ntse re leka ho phema hore ho se be ya ka nyatsang tshebediso ya rona ya dithusohadi tsena, hobane re pheella tse molemo, e seng pela Morena feela, empa le pela batho. Re romile baromuwa mmoho le ngwanabo rona, eo hangata re fumaneng a le mafolofolo nthong tse ngata; eo jwale a leng mafolofolo haholo, kaha a le tshepa haholo. Tite ke molekane wa ka eo re le sebeletsang mmoho le yena; ha e le bana babo rona ke baromuwa ba dikereke, ho tlotlisa Kreste. Ka baka leo, ba bontsheng lerato la lona, le hore re ithorisa ka lona ka nepo, dikerekeng tsohle. Tabeng ya dithuso tse etsetswang badumedi, ha ho hlokahale hore ke le ngolle letho. Ke tseba hore le thahasella ho thusa, mme ke ithorisitse ka hona ho ba Masedonia, ka bolela hore ba Akaya ba se ba itokiseditse ho thusa ho tloha ngwahola. Mafolofolo a lona a phaphamisitse batho ba bangata. Jwale ke roma bana babo rona ho lona, e le hore boithoriso boo ba rona tabeng ena bo se ke ba fetoha lefeela, lona le mpe le fumanwe le itokiseditse ho thusa jwalokaha ke boletse. Ho seng jwalo, ha ba bang ba Masedonia ba ka tla le nna, mme ba fumana hore ha le a itokisa, tshepo e kaalo eo re e beileng ho lona e tla re fetohela dihlong, ke se ke sa re letho ka lona. Ka hona ke ile ka hopola hore ke tshwanela ho kopa bana bana babo rona ho nketella pele, ba tle ba lokise dimpho tseo le ntshepisitseng tsona. Ha di se di lokisitswe, e tla ba dimpho tsa sebele, e seng tsa bokgonatha. Tsebang hona: Ya jalang hanyenyane o tla kotula hanyenyane; athe ya jalang haholo o tla kotula haholo. Motho ka mong a ke a fane ho ya kamoo a rerileng kateng ka pelong ya hae, e seng ka ho kganana kapa ka ho qobellwa. Modimo o rata ya fanang a thabile. Modimo o na le matla a ho le atisetsa dineo tsohle tsa hae, e le hore, kamehla, le tle le be le ho lekaneng dinthong tsohle, le be le ngatafallwe haholo, hoo le ka tsebang ho etsa mesebetsi yohle e molemo. Ke sona se ngotsweng, ha ho thwe: “O fana ka matsoho a mabedi ho mafutsana, ho loka ha hae ho hlola kamehla yohle.” Ya sitsang mojadi ka peo, le ka bohobe boo a ka bo jang, le lona o tla le sitsa ka peo, a be a e ngatafatse, mme a le atisetse ditholwana tsa ho loka ha lona. O tla le ruisa kahohlehohle, hoo le ka tsebang ho fana ka matsoho a mabedi. Ka rona, hona ho tla tswala teboho e iswang ho Modimo. Efela tshebetso ena ya ho thusa, hase feela e tla fokotsa bohloki ba badumedi, empa e tshwanetse ho ba mohlodi wa diteboho tse kgaphatsehang tse iswang ho Modimo. Ka ho ananela tshebetso eo, ba bangata ba tla tlotlisa Modimo ka baka la hobane le ikokobeletsa molaetsa o molemo wa Kreste oo le o pakang, le ka baka la hobane ka ho fana le arolelana le bona, esita le ba bang bohle. Ba tla le rapella, hobane ba le rata ka baka la mohau o moholo oo Modimo a le etseditseng wona. A re leboheng Modimo ka mpho ya hae e ke keng ya lekanngwa! Nna Paulosi, eo ho thweng ke konyana ha ke le hara lona, empa ke tau ha ke le hole le lona, ka bonna ke ipiletsa ho lona ka mosa le ka bopelonolo ba Kreste. Jwale ke le kopa hore, ha ke le teng hara lona, ke se ke ka ba tau eo ke ikemiseditseng ho ba yona ka sebete, ho ba reng re laolwa ke botho. Le hoja re le batho, ha re lwanele tsa botho. Dihlomo tseo re lwanang ka tsona hase tsa botho, ke tse matla, tsa Modimo, tse heletsang diqhobosheane. Re shanofatsa dipolelo tsa bohata, le tsohle tsa boikgantsho tse lwantshang ho tseba Modimo, mme re tlamella merero yohle hore e ikokobeletse Kreste. Mohla lona le seng le mamela ka mokgwa o phethehileng, re ikemiseditse ho kgalemela ho se mamele hohle. Tadimang ditaba ho ya kamoo di leng kateng. Haeba e mong a ikgodisitse hore ke wa Kreste, a ke a nahane le hore le rona re ba Kreste jwaloka yena. Leha nka ithorisetsa matla a rona haholwanyane, ao Morena a re neileng wona ho le matlafatsa, e seng ho le fedisa, ha nka ke ka hlajwa ke dihlong. Ha ke rate ho bonahala eka ke le tshosa ka mangolo, hobane e mong o re: “Ruri mangolo a hae a boima, a matla, empa ha a le teng ka seqo ke dikobo feela, le puo ya hae e a nyediseha.” Ya jwalo a ke a hopole hore seo re leng sona mangolong ka dipolelo ha re le siyo, leha re le teng re ntse re le sona ka mosebetsi. Ho hang ha re a lokela ho ikopanya kapa ho itshwantsha le ba bang ba ikemelang. Empa ke dithoto, hobane tekanyo eo motho wa bona a itekanyang ka yona ke yena ka boyena, o ipapisa le yena ka boyena. Rona ha re ka ke ra ithorisa ho feta tekanyo, haese ka ho ya ka tekanyetso ya mosebetsi oo Modimo a re abetseng wona, esita le ho tla fihla mona ho lona. Ha re a tlola moedi wa rona, e leng se ka beng se etsahetse haeba a ne a sa akareletsa le lona, hobane re bile re fihlile le ho lona mona ho bolela molaetsa o molemo wa Kreste. Ha re ithorise ho feta tekanyo ka mosebetsi o entsweng ke ba bang, empa tshepo ya rona ke hore ha tumelo ya lona e hola hara lona, le mosebetsi wa rona o tla hola, feela re sa tlole moedi wa rona. Re tla bolela molaetsa o molemo le dinaheng tse ka nqane ho lona, re sa ithorise ka mosebetsi o seng o entswe dibakeng tsa ba bang. Empa ya ithorisang a ke a ithorise ka Morena, hobane ya amohelehang hase ya ikemelang, empa ke ya emelwang ke Morena. Hoja la ka la mamella bothotonyana ba ka! Etsang jwalo hle! Ke le boulela jwalokaha Modimo a le boulela, hobane ke le kgethetse ho nyalwa ke monna a le mong, e leng Kreste, hore ke tle ke le ise ho yena, le le jwaloka morwetsana ya hlwekileng. Empa ke a tshaba, esere mohlomong maikutlo a lona a senyeha, la kgeloswa botshepehing ba lona ba nnete ho Kreste, jwalokaha noha e ne e thetse Eva ka mano a yona. Le fela le mamella ka thabo ha e mong a etla ho lona, a le tsebisa Jesu osele, eo re sa kang ra le tsebisa yena; kapa ha le amohela moya osele, ho fapana le oo le seng le o amohetse; kapa molaetsa o molemo osele, ho fapana le oo le seng le o amohetse. Empa ha ke kgolwe hore baapostolahadi bao ba mpheta ka letho. Leha ke se kgeleke, tsebo ke na le yona, mme re le bontshitse hona ka dinako tsohle le ka mekgwa yohle. Na ke ile ka etsa phoso ha ke ikokobetsa hore lona le phahamiswe, mme ke le boleletse molaetsa o molemo wa Modimo, ke sa le lefise? Ke hanyapeditse dikereke tse ding ka ho amohela moputso, hore ke tle ke le sebeletse. Nakong eo ke neng ke ena le lona, ha ke a ka ka kgoka motho ha ke ne ke hloka, hobane bana babo rona ba tswang Masedonia ba nnile ba mphallela ka tsohle tseo ke neng ke di hloka. Jwaloka nakong e fetileng, esita le ka nako e tlang, nke ke ka ba ka le imetsa. Ke ikana ka nnete ya Kreste e ka ho nna, hore boithoriso bona ba ka bo ke ke ba kgaotsa dibakeng tsa Akaya. Hobaneng? Hobane ke sa le rate? Tjhe, Modimo o a tseba, ke a le rata. Jwale seo ke se etsang ke tla nne ke se etse, e le hore ba ipatlelang sebaka sa ho ithorisa ka ho re ba jwaloka rona, ke tle ke ba hlokise sona. Bao ke baapostola ba bohata, basebetsi ba mano, ba iketsang e ka ke baapostola ba Kreste. Hoo ha ho makatse, hobane le Satane o iketsa e ka ke lengeloi la lesedi. Ka hona hase mohlolo ha basebeletsi ba hae ba iketsa e ka ke basebeletsi ba ho loka. Bana he, qetello ya bona e tla tshwana le diketso tsa bona. Ke sa bua hape, ke re: Ho se be ya hopolang hore ke sethoto. Empa haeba ho jwalo, nkukeng ke le sethoto he, e le hore ke tle ke be le boithorisonyana! Tabeng ena ya ho itshepa le ho ithorisa, ha ke bue ka ho ya ka thato ya Morena, empa ke bua ka bothoto. Erekaha ba bangata ba ithorisa ho ya ka botho, le nna ke tla ithorisa jwalo. Lona le bohlale, empa le mamella dithoto ka thabo, hobane le mamella motho ha a le etsa makgoba, ha a le ja, kapa ha a le qhekella, kapa a ikgohomosetsa lona, kapa a le wahlela sefahlehong. Ke hlajwa ke dihlong ho dumela hore re ile ra fokola tabeng ena, empa moo motho a sa tshabeng ho ithorisa, le nna ha ke tshabe. Feela ke bua ka bothoto. Na ke Baheberu? Le nna ke yena. Na ke Baiseraele? Le nna ke yena. Na ke ditloholo tsa Aborahama? Le nna ke sona. Na ke bahlanka ba Kreste? Ke bua jwaloka lehlanya, ke re: Ke a ba feta! Ke sebeditse ka thata ho ba feta, ke bile tjhankaneng hangata ho ba feta, ka shapuwa haholo ho ba feta, mme ka makgetlokgetlo ke bile ntshing tsa lefu. Ka makgetlo a mahlano Bajuda ba ile ba ntjhapa dithupa tse mashome a mararo a metso e robong. Ka makgetlo a mararo ka shapuwa ka kgotla, ka tlepetswa ka majwe hanngwe; ka tlepetswa ka majwe hanngwe; ka makgetlo a mararo ke bile dikepeng tse pshatlehang, ka qeta letsatsi le bosiu ke fefoha hodima bodiba. Maetong a ka a mangata ke bile dikotsing tsa dinoka, dikotsing tsa dinokwane, dikotsing tsa ba heso, dikotsing tsa baditjhaba, dikotsing metseng, dikotsing mafeelleng, dikotsing lewatleng, dikotsing tsa badumedi ba bohata. Ka ba mesebetsing le makaqabetsing; ka hloka boroko ka makgetlo, ka lapa, ka nyorwa, ka bolawa ke tlala, ka hatsela, ka hlobola. Kantle ho tsena tse ntlhahetseng, ka letsatsi le letsatsi ke ntse ke imelwa ke ho hlokomela dikereke tsohle. Ha e mong a fokola, le nna ke a fokola; ha e mong a kgopiswa, le nna ke a kgopeha. Haeba ke tshwanela ho ithorisa, ke tla ithorisa ka bofokodi ba ka. Modimo, Ntata Morena wa rona Jesu Kreste, ya bokwang kamehla yohle, o a tseba hore ha ke bue leshano. Ha ke ne ke le Damaseka, mmusisi, leqosa la kgosi Aretase, o ne a beile balebedi motseng ho ntshwara, empa ke ile ka ntshwa ka fesetere, ka theolwa lerakong ke le ka sesiung, mme ka phonyoha matsohong a hae. Ke tlameha ho ithorisa, leha ho sa thuse letho, mme ke fetela diponong le ho tseo Morena a ntshenoletseng tsona. Ke tseba motho wa Mokreste, eo ho seng ho fetile dilemo tse leshome le metso e mene a kile a nkelwa lehodimong la boraro. Le haeba e ne e le ka mmele kapa e se ka mmele, ha ke tsebe; ho tseba Modimo. Ke tseba hore motho eo, le haeba e ne e le ka mmele, kapa e se ka mmele, ha ke tsebe, ho tseba Modimo, o kile a nkelwa paradeising, a utlwa mantswe a ke keng a buuwa, ao motho a sa dumellwang ho a bolela. Ke tla ithorisa ka motho eo, empa nke ke ka ithorisa ka bonna, haese ka bofokodi ba ka. Leha nka rata ho ithorisa, ke tla be ke se sethoto, hobane ke tla be ke bua nnete. Empa ha ke etse jwalo, esere e mong a nkuka ke feta seo a se bonang ho nna, kapa a se utlwang ka nna. Hore ke se tshohe ke ikgantsha ka baka la boholo ba tseo ke di senolotsweng, ke hlabilwe ka moutlwa mmeleng, e leng moromuwa wa Satane, hore a nne a ntjabele, esere ka ikgantsha. Ke rapetse Morena hararo hore ntho ena e tlohe ho nna, empa a re ho nna: “Mohau wa ka o o lekane, hobane matla a ka a phethahala ka ba fokolang.” Ha ho le jwalo, ke tla ithorisa ka bofokodi ba ka ka thabo e kgolo, hore matla a Kreste a tle a be ho nna. Ka baka leo, ke thabela bofokodi, mahlapa, ditsietsi, ditlhoriso, le mahlomola, ka baka la Kreste, hobane ha ke fokola, eba ke hona ha ke le matla. Ke fetohile sethoto, hobane ke lona ba ntlamileng ho ba jwalo. Ke ne ke lokela ho pakwa ke lona, etswe leha ke se letho, baapostolahadi bao ha ba mphete ka letho. Tse bonahatsang hore ke moapostola wa nnete di entswe hara lona ka mamello yohle: ke mehlolo, dimakatso, le diketso tse matla. Ebe dikereke tse ding di le fetile kang, haese feela hore nna ha ke a ka ka le kgoka? Ntshwareleng phoso eo. Bonang, lena ke kgetlo la boraro leo ka lona ke itokisetsang ho tla ho lona, mme ha ke na ho le kgoka, hobane ha ke batle tsa lona, ke batla lona. Hase bana ba fepang batswadi, ke batswadi ba fepang bana. Ke tla thabela ho sebedisa tsa ka le ho sebediswa ka baka la lona. Na ha ke le rata haholo, le tla nthata hanyenyane? Leha ho ka ba jwalo, ha ke a le imetsa ka letho. Empa motho a ka re, kaha ke le masene, ke le qhekeletse ka mano. Na nkile ka le qhekanyetsa ka e mong wa bao ke ba romileng ho lona? Ke kopile Tite, mme ka mo roma le ngwanabo rona e mong. Na Tite o le qhekanyeditse? Na ha re a ka ra sebetsa ka moya o le mong, ra tsamaya mohlaleng o le mong? Na haesale le ntse le nahana hore re batla ho itshireletsa mahlong a lona? Re bua pela Modimo re le ba Kreste, mme, baratuwa, tsohle di etsetswa ho le matlafatsa. Ke a tshaba, esere ha ke fihla, ka le fumana le se kamoo ke lakatsang kateng, le lona la mphumana ke se kamoo le lakatsang kateng, mme mohlomong ho ena le diqabang, mohono, kgalefo, dikgang, diketseletso, ditshebo, boikgohomoso, le meferefere. Hape, esere ha ke fihla, Modimo wa ka a nkokobetsa hara lona, ka tla ka llela ba bangata ba ileng ba etsa sebe ka nako e fetileng, empa ba eso bakele ditshila, le bohlola, le diketso tse manyala tseo ba di entseng. Lena e tla ba lekgetlo la boraro ke le etela. Taba efe kapa efe e tla tiiswa ka bopaki ba batho ba babedi kapa ba bararo. Ba entseng sebe ka nako e fetileng, le ba bang bohle, ke ne ke ba bolelle mohla ketelo ya ka ya bobedi, mme le kajeno ke sa ba bolella hape ke eso tle, hore mohla ke tlang hape, ha ke na ho qenehela motho, kaha le batla bopaki ba hore Kreste o bua ka nna. Yena ha a le fokolle, empa o matla hara lona. Ke nnete, bofokoding ba hae, o ile a thakgiswa, empa, ka matla a Modimo, o a phela. Le rona re fokola jwaloka Kreste, empa, ka matla a Modimo, re tla phela le yena, ho le sebeletsa. Itekoleng, mme le itlhahlobe, le tle le fumane hore na le phela ka tumelo. Ha ke re, le a tseba hore Kreste Jesu o teng ho lona, haese haeba le le ba sa amoheleheng? Ke a tshepa, le a tseba hore rona re amohelehile. Jwale re le rapella ho Modimo hore le sesefe bobe bohle, e se hore rona re bonahale re le ba amohelehileng, empa e le hore lona le etse botle, leha e ka rona ha re a amoheleha. Re sitwa ho lwantsha nnete, empa seo re nang le sona feela ke matla a ho e sebeletsa. Re thabile ha rona re fokola, empa lona le le matla. Hape, seo re se rapellang ke hore le phethehe. Ka baka leo, ke le ngolla tsena ke eso tle, e le hore ha ke se ke tlile, ke se ke ka le hlekefetsa, ho ya ka matla ao Morena a mphileng wona, e leng a ho haha, e seng a ho heletsa. Jwale, bana beso, ke qetela ka ho re: Thabang, phethahalang, kgothalang, ebang le maikutlo a le mang, le phele ka kgotso, mme Modimo wa lerato, le wa kgotso, o tla ba le lona. Dumedisanang ka kako e halalelang. Badumedi bohle ba a le dumedisa. Mohau wa Morena Jesu Kreste, le lerato la Modimo, le phedisano le Moya o Halalelang di ke di be le lona bohle. Nna Paulosi, maopostola ya sa rongwang ke batho, kapa ke motho, empa ya romilweng ke Jesu Kreste le Modimo Ntate ya mo tsositseng bafung, nna le bana babo rona bohle, re dumedisa dikereke tsa Galatia, re re: Mohau le kgotso ya Modimo Ntata rona le ya Morena Jesu Kreste di ke di be le lona. Kreste o itetse ka baka la dibe tsa rona, hore a tle a re lopolle lefatsheng lena le kgopo, ho ya ka thato ya Modimo Ntata rona. Tlotla e ke e iswe ho yena kamehla le mehla. A ho be jwalo! Ke makatswa ke ha le phakisa ho furalla ya le bitsitseng ka mohau wa Kreste, mme le ineela molaetseng osele. Hase hore ho teng o mong osele, empa ho teng ke batho ba le ferekanyang, ba ratang ho sokamisetsa molaetsa o molemo wa Kreste hosele. Empa ha e mong, leha e ka ba rona kapa lengeloi le tswang lehodimong, a ka le bolella molaetsa o fapaneng le oo re le boleletseng wona, a ke a rohakehe. Jwalokaha re se re ile ra rialo pele, le jwale ke sa boela ke rialo: Ha e mong a le bolella molaetsa o fapaneng le oo le o amohetseng, a ke a rohakehe. Na ebe ke rialo ho kgahlisa batho kapa Modimo? Na ebe ke batla ho thabisa batho? Hoja ke sa ntsane ke thabisa batho, nka be ke se mohlanka wa Kreste. Bana beso, ke le tsebisa hore molaetsa o molemo oo ke o boletseng, hase o qapilweng ke motho, hobane ha ke a ka ka o newa kapa ka o rutwa ke motho, empa ke o senoletswe ke Jesu Kreste. Efela le utlwile tsa metsamao ya ka ya mehleng e fetileng, ke sa le wa tumelo ya Sejuda, le kamoo ke nnileng ka hlorisa Kereke ya Modimo hampe kateng, ke leka ho e fedisa. Ke ne ke feta thaka tsa ka tse ngata tsa setjhaba sa heso ka ho boloka tumelo ya Sejuda, ke boulela meetlo ya baholoholo haholo. Empa yare ha ya nkgethileng ke sa le popelong ya mme, ya mpitsitseng ka mohau wa hae, a kgahlwa ke ho ntshenolela Mora wa hae, hore ke tle ke bolele molaetsa o molemo wa hae hara baditjhaba, ka se ke ka batla keletso ho motho. Le teng, ha ke a ka ka nyolohela Jerusalema ho bao e bileng baapostola pele ho nna, empa ke ile ka ikela Arabia, ka nto kgutlela Damaseka hape. Kamora mona, hoba ho fete dilemo tse tharo, ka nyolohela Jerusalema ho ya tsebana le Kefase. Ka hlola le yena matsatsi a leshome le metso e mehlano, empa ha ke a ka ka bona baapostola ba bang, haese Jakobo, ngwanabo Morena. Modimo o a tseba hore tsena tseo ke le ngollang tsona hase leshano. Yaba ke ya dinaheng tsa Siria le Silesia. Dikereke tsa Kreste tse Judea di ne di eso bone sefahleho sa ka; di ne di utlwile feela ha ho thwe: “Ya neng a re hlorisa mehleng e fetileng, jwale o bolela molaetsa o molemo wa tumelo eo a neng a leka ho e fedisa.” Tsa tlotlisa Modimo ka baka la ka. Ha ho se ho fetile dilemo tse leshome le metso e mene, ka boela ka nyolohela Jerusalema, ke ena le Baranabase, le Tite a tsamaya le rona. Ke ne ke senoletswe hore ke nyolohele teng. Lekunutung, ka hlalosetsa batho ba nang le mabitso molaetsa o molemo, oo ke o phatlalletsang baditjhaba; esebe mohlomong nakong ena kapa e fetileng, ke tsamaetse lelea. Esita le yena Tite wa Mogerike, ya neng a ena le nna, ha a ka a qobellwa ho bolla. Hona e ne e le ho hanyetsana le badumedi ba bohata, ba tlileng ka bononnori ho tla iketsa dihlwela tse tlilo hlwela tsa bolkolohi boo re nang le bona ho Kreste Jesu, hore di tle di re etse makgoba. Empa le ka motsotswana feela ha ke a ka ka ba mamela, e le hore le bolokelwe nnete ya molaetsa o molemo. Ha e le bao ba nang le mabitso, ho nna hono hase letho, hobane Modimo ha a ye ka tshobotsi, ha ba a ka ba nkekeletsa letho le letjha. Empa ba bone hore ke tshepetswe ho isa molaetsa o molemo ho baditjhaba, jwalokaha le Petrose a ne a tshepetswe ho o isa ho Bajuda, hobane matla a Modimo a entseng hore Petrose e be moapostola wa Bajuda, le nna a entse hore ke be moapostola wa baditjhaba. Yare ha Jakobo, le Kefase, le Johanne, ba neng ba tadingwa e le ditshiya, ba hlokomela mohau oo ke o neilweng, ba re tshwara ka matsoho, rona le Baranabase, ho supa hore re tla sebedisana: rona re ye ho baditjhaba, mme bona ba ye ho Bajuda. Feela ba re re hopole mafutsana, e leng seo ke neng ke ikemiseditse ho se etsa. Empa yare ha Kefase a fihla Antiokia, ka mo hanyetsa sefahlamahlo, hobane o ne a fositse. Pele ba bang ba tswang ho Jakobo ba fihla, Kefase o ne a eja le baditjhaba, empa yare ha ba se ba fihlile, a ikgula, a iketsa mokgelo, hobane o ne a tshaba Bajuda. Bajuda ba bang le bona ba ikaketsa jwaloka yena, hoo le Baranabase a bileng a kgeloswa ke boikaketsi boo ba bona. Yare ha ke bona hore ha ba tsamaye ka nnete ya molaetsa o molemo, ka re ho Kefase, mahlong a bona bohle: “Ha wena, o leng Mojuda, o phela jwaloka moditjhaba, e seng jwaloka Mojuda, ho ya kang ha o qobella baditjhaba ho phela jwaloka Bajuda? “Rona re Bajuda ka tswalo, ha re baditjhaba, baetsadibe bano. Leha ho le jwalo, re tseba hore motho ha a lokafatswe ka ho phetha Molao, empa o lokafatswa ka ho dumela ho Kreste Jesu. Le rona re dumetse ho Kreste Jesu, e le hore re tle re lokafatswe ka ho dumela ho Kreste, e seng ka ho phetha Molao, hobane ha ho motho ya ka lokafatswang ka ho phetha Molao. “Empa haeba, ha re ntse re batla ho lokafatswa ka Kreste, le rona re fumanwa re le baetsadibe, na ke ho re Kreste ke mokgothaletsi wa sebe? Le kgale! Ha ke tsosa tseo ke di heleditseng, ke iketsa motlodi wa molao. Ka Molao wa Moshe, nna ke shwele ka nqeng ya Molao oo, hore ke tle ke phelele Modimo. Ke thakgisitswe le Kreste; kahoo bophelo boo ke bo phelang ha e sa le ba ka, empa e se e le ba Kreste ya phelang ka ho nna. Bophelo boo ke bo phelang lefatsheng jwale, ke bo phela ka ho dumela ho Mora wa Modimo, ya nthatileng, mme a itella nna. Ha ke lahle mohau wa Modimo, hobane haeba ho loka ho tliswa ke Molao, e tla ba Kreste o shwetse lelea!” Dithoto ting tsa Bagalata! Le loilwe ke mang, lona ba hlaloseditsweng ka mokgwa o totobetseng tsa ho thakgiswa ha Jesu Kreste? A le ke le mpolelleng taba ena e le nngwe feela: Na le amohetse Moya wa Modimo ka ho phetha Molao, kapa ka ho dumela molaetsa oo le o utlwileng? Le thotofetse hakaakang! Ere le qadile ka tsa Moya, jwale le qetella ka tsa botho? Na dintho tse kaalokaalo le di tsebetse lefeela, haeba e hlile e le lefeela? Ha ho le jwalo, ya le abelang Moya, ya etsang diketso tse matla hara lona, na o etsa jwalo kahobane le phetha Molao kapa kahobane le dumetse molaetsa oo le o utlwileng? Le Aborahama o ile a dumela ho Modimo, mme hoo a ho ballwa e le ho loka. Tsebang ke hona hore badumedi ke bona bao e leng bana ba Aborahama. Ka ho tseba e sa le pele hore Modimo o tla lokafatsa baditjhaba ka tumelo, Mangolo a ile a bolella Aborahama molaetsa o molemo e sa le pele, a re: “Ka wena ditjhaba tsohle di tla hlohonolofatswa.” Kahoo badumedi ba hlohonolofatswa hammoho le Aborahama ya ileng a dumela. Empa bohle ba itshepisitseng ka ho phetha Molao ba rohakehile, hobane ho ngotswe, ho thwe: “Mang le mang ya sa tiisetseng ho etsa tsohle tse ngotsweng bukeng ya Molao o rohakehile.” Jwale ho pepenene hore mahlong a Modimo motho ha a lokafatswe ka baka la Molao, hobane, “Ya lokileng o tla phela ka tumelo.” Ha e le Molao hase taba ya tumelo, empa ya phethang tsa Molao o tla phela ka tsona. Kreste o re lopolotse thohakong ya Molao, ka hore a fetohe ya rohakehileng ka baka la rona, hobane ho ngotswe, ho thwe: “Mang le mang ya fanyehilweng sefateng o rohakehile.” Hona ho entswe hore tlhlohonolofatso e neilweng Aborahama e tle e newe baditjhaba ka Kreste Jesu; e le hore, ka tumelo, re tle re amohele Moya o tshepisitsweng ke Modimo. Bana beso, a nke ke le nee mohlala wa se etswang ke batho. Ha ho ananetswe selekane le motho, ha ho ya ka se etsollang kapa a eketsa ho hong ho sona. Jwale ditshepiso di ile tsa etsetswa Aborahama le setloholo sa hae. Mangolo ha a re “ditloholo”, e leng ho bolela batho ba bangata, empa a re “le setloholo sa hao”, e leng ho bolela motho a le mong feela, Kreste. Seo ke se bolelang ke sena: Molao o ileng wa etswa kamora dilemo tse makgolo a mane le mashome a mararo, o ke ke wa etsolla selekane se ananetsweng pele ke Modimo, mme wa nyopisa tshepiso. Haeba lefa re le fumana ka Molao, ha e sa le ka tshepiso; athe Aborahama o le filwe ke Modimo ka tshepiso. Ha ho le jwalo, Molao o sebetsang? O ile wa etsetswa ho totobatsa ditlolo tsa molao, hore o sebediswe ho fihlela ho etla setloholo sa Aborahama se etseditsweng tshepiso, mme wa phatlalatswa ke mangeloi, ka mmoelanyi. Jwale mmoelanyi ha a hlokehe ha motho a le mong, mme Modimo o mong. Ha ho le jwalo, na Molao o hanana le ditshepiso tsa Modimo? Le kgale! Hoja batho ba ne ba neilwe Molao o nang le matla a ho ba phedisa, ba ne ba ka lokafatswa ka Molao oo. Empa Mangolo a boletse hore batho bohle ba matleng a sebe, e le hore, ka ho dumela ho Jesu Kreste, ba dumelang ba newe tseo ba di tshepisitsweng. Pele tumelo e eba teng, re ne re le matleng a Molao wa Moshe, re le ditlamong tsa wona, ho fihlela re ba re senolelwa tumelo. Ka baka leo, Molao oo ya eba mohlokomedi wa rona, ho fihlela Kreste a fihla, mme re lokafatswa ka tumelo. Empa erekaha tumelo e se e le teng, ha re sa le kalosong ya mohlokomedi eo. Bohle le bana ba Modimo ka ho dumela ho Kreste Jesu, hobane lona bohle ba kolobeleditsweng ho Kreste le apere Kreste. Jwale ha ho sa le Mojuda kapa moditjhaba, ha ho sa le lekgoba kapa molokollwa, ha ho sa le monna kapa mosadi, hobane lona bohle le ntho e le nngwe ho Kreste Jesu. Ha e le mona le le ba Kreste, le ditloholo tsa Aborahama, mme le majalefa ka ho ya ka tshepiso. Jwale ke re, ha mojalefa e sa le ngwana, ha ho moo a fapaneng le lekgoba teng, le hoja e le monga tsohle, empa o tlasa bahodisi le baokamedi ba ntlo, ho fihlela nako e beilweng ke ntatae e fihla. Ho jwalo le ho rona; ha re ne re sa le bana, re ne re le makgoba a meya e busang lefatshe. Empa ha nako e badilweng e se e fihlile, Modimo o ile a roma Mora wa hae, a tswalwa ke mosadi, a ba tlasa Molao, hore a tle a lopolle ba tlasa Molao, re tle re etswe bana ba Modimo. Kaha le le bana, Modimo o rometse Moya wa Mora wa hae dipelong tsa lona, o howang, o re: “Abba!” ke ho re: “Ntate!” Kahoo ha le sa le makgoba, le se le le bana ba Modimo, mme ha le le bana ba hae, le entswe majalefa ke Modimo. Nakong e fetileng, ka ho se tsebe Modimo, le ile la ba makgoba a tseo ka boleng ba tsona e seng medimo. Empa kaha jwale le tseba Modimo, kapa nka re kaha le tsejwa ke Modimo, le ka kgutlela jwang taolong ya meya eo e fokolang, e futsanehileng, eo le ratang ho boela le eba makgoba a yona? Le boloka matsatsi a itseng, le dikgwedi, le dikarolo tsa selemo, le dilemo. Ke a tshaba, esebe ke fufuleletswe lefeela hara lona. Bana beso, ke a le rapela: Ebang jwaloka nna, hobane le nna ke jwaloka lona. Ha le a ntshitelwa ka letho. Le tseba hore ho qaleng, ho kula ha ka ho ile ha mpha monyetla wa ho le bolella molaetsa o molemo. Ha le a ka la wela molekong wa ho nnyedisa kapa ho nnyekellwa ka baka la boemo ba mmele wa ka, empa le nkamohetse e ka ke lengeloi la Modimo, le jwalokaha le ka amohela Kreste Jesu. Jwale lehlohonolo lela la lona le kae? Etswe ke a le paka hore, hoja ho ne ho ka etsahala, le ka be le ikgontse mahlo, la mpha wona. Na ke fetohile sera sa lona ka ho le bolella nnete? Ba bang ba a le thahasella, empa e seng ka mokgwa o motle; ba mpa ba rata ho le arohanya le nna, hore le tle le thahaselle bona. Ke hantle ho thahasellwa ka sepheo se setle kamehla, e seng feela ha ke le teng hara lona. Bana ba ka, ke boela ke le utlwela bohloko bo kang ba pelehi, ho fihlela Kreste a bopeha ka ho lona. Ke ne nka rata ho ba le lona hona jwale, e le hore ke tle ke tsepamise puo ya ka, hobane taba ya lona e nkemisitse hlooho. Mpolelleng, lona ba ratang ho ba tlasa Molao, na ha le utlwisise Molao? Ho ngotswe hore Aborahama o ne a ena le bara ba babedi, e mong e le wa mosadi eo e leng lekgoba, e mong e le wa mosadi eo e leng lekgoba, e mong e le wa mosadi eo e sa kang ya eba lekgoba. Empa mora wa mosadi eo e leng wa lekgoba o ne a tswetswe ka mokgwa o tlwaelehileng; athe mora wa mosadi eo e sa kang ya eba lekgoba o ne a tswetswe ho ya ka tshepiso. Taba tseo ke papiso. Basadi bao ba tshwantsha dilekane tse pedi. Se seng se tswang thabeng ya Sinai, se tshwantshwa ka Hagare, ya tswalang makgoba. Hagare o tshwantsha thaba ya Sinai e Arabia, mme o emetse Jerusalema ya kajeno, eo e leng lekgoba hammoho le bana ba yona. Empa Jerusalema e hodimo, e leng mma rona, yona e lokolohile, hobane ho ngotswe, ho thwe: “Thaba, wena nyopa, wena ya sa beleheng; tsanyaola, o bine ka thabo, wena ya sa kang a utlwa bohloko ba pelehi; hobane bana ba mosadi ya lahlilweng ba bangata ho feta ba mosadi ya nyetsweng.” Jwale, bana beso, lona le bana ba tshepiso jwaloka Isaka. Empa jwalokaha mehleng eo mora ya tswetsweng ka mokgwa o tlwaelehileng a ne a hlorisa ya tswetsweng ka Moya, le jwale ho sa le jwalo. Feela Mangolo a reng? A re: “Leleka mosadi enwa wa lekgoba le mora wa hae, hobane mora wa mosadi enwa wa lekgoba a ke ke a ba mojalefa le mora wa mosadi eo e sa kang ya eba lekgoba.” Ha ho le jwalo, bana beso, ha re bana ba mosadi eo e leng lekgoba, empa re ba mosadi eo e sa kang ya eba lekgoba. Kreste o re lokolotse, hore re fele re be le bolokolohi. Tiisetsang ke hona, mme le se ke la dumela ho boela le jariswa joko ya bokgoba. Mamelang! Ke nna Paulosi ya le bolellang sena: Ha le ka bolla, Kreste ha a sa tla ba le thuso ho lona. Ke paka hape hore mang le mang ya bollang o tlamehile ho phetha Molao wa Moshe kaofela. Lona ba batlang ho lokafatswa ka Molao oo, le ikgaohantse le Kreste, le lahlehetswe ke mohau wa Modimo. Ha e le rona, ka matla a Moya wa Modimo, re lebeletse, ka tumelo, tokafatso eo re tshepileng ho e fumana, hobane ha motho a le ho Kreste, lebollo kapa boqai hase letho, empa tabataba ke tumelo e sebetsang ka lerato. Le ne le ntse le le temeng. Ke mang ya le thibetseng ho nna le latela nnete? Kgothaletso eo ha e tswe ho ya ntseng a le bitsa. Ka tomoso e seng kae ho lomoswa hlama kaofela. Nna ke le tshepile Moreneng, hore le ke ke la hopola letho lesele. Empa eo ya le ferekanyang, leha e ka ba mang kapa mang, o tla welwa ke kotlo. Ha e le nna, bana beso, haeba ke ntse ke ruta tsa lebollo, keng ha ke sa ntse ke hloriswa? Hoja ho jwalo, kgopiso ya sefapano e ka be e fedisitswe. E se e ka bao ba le fuduhang ba ka iphaola! Lona, bana beso, le bitseditswe bolokolohi. Feela ka bolokolohi boo, le se ke la fa tsa botho sebaka, le mpe le sebeletsane ka lerato; etswe Molao wohle o akaretswa ka taelo e le nngwe: Rata wa heno jwalokaha o ithata. Empa ha le lomana, mme le jana, hlokomelang, esere la timetsana. Jwale ke re: Tsamaiswang ke Moya, mme ha le ka ke la phetha ditakatso tsa botho. Ditakatso tsa botho di lwantshana le tsa Moya, le tsa Moya di lwantshana le tsa botho. Di hanyetsana hoo le sitwang ho etsa seo le se ratang. Ha le ka tsamaiswa ke Moya, ha le sa le pusong ya Molao wa Moshe. Jwale mesebetsi ya botho e totobetse: Ke bohlola, diketso tse ditshila, tse manyala, tshebeletso ya medimo ya bohata, boloi, bora, diqabang, mohono, kgalefo, dikgang, diphapang, dikgaohano, mona, botahwa, bonyollo, le tse ding tse jwalo. Jwalokaha nkile ka le bolella e sa le pele, ke sa boela ke le bolella hape hore ba etsang tse jwalo e ke ke ya eba majalefa a Mmuso wa Modimo. Empa se bewang ke Moya ke lerato, thabo, kgotso, mamello, mosa, molemo, botshepehi, bonolo le boitshwaro. Tse kang tsena, ha ho molao o ka di thibelang. Jwale bao e leng ba Kreste ba thakgisitse dithato le ditakatso tsa bona tsa botho. Haeba re phela ka Moya, a re keng re tsamaiswe ke Moya. Re se ke ra ipatlela thoriso ya lefeela; re se ke ra phephetsana, kapa ra honohelana. Bana beso, haeba motho a ka wela sebeng ka tsometso, lona ba nang le Moya wa Modimo le mmusetse tseleng ka moya o mosa. Le wena o itlhokomele, esere wa lekwa. Jarelanang mefokolo, mme ka hona le tla phetha molao wa Kreste. Ha motho a ikgopola hore ke letho, empa e se letho, o a ithetsa. Motho ka mong a hlahlobe diketso tsa hae, e be hona a ka ithorisang ka seo a leng sona feela, e seng ka ho ipapisa le ba bang, hobane motho ka mong o tla itjarela mefokolo ya hae. Ya rutwang lentswe la Modimo eka kgona a arolelane maruo a hae wohle le ya mo rutang. Le se ke la ithetsa. Modimo ha a songwe, hobane seo motho a se jalang, ke sona seo a tla se kotula. Ya jalang tshimong ya tsa botho o tla kotula ho bola ho yona, empa ya jalang tshimong ya tsa Moya, o tla kotula bophelo bo sa feleng ho yona. Re se kgathale ho etsa tse molemo, hobane re tla kotula ka nako e lokelang, haeba re sa tepelle. Jwale he, ha re sa ntse re ena le sebaka, a re etsetseng bohle molemo, haholoholo ba lelapa la bodumedi. Bonang boholo ba ditlhaku tseo ke le ngoletseng ka tsona, ka letsoho la ka! Bohle ba ratang ho kgahleha ho tsa botho, ke bona ba le qobellang hore le bolle, e le hore ba tle ba pheme ho hlorisetswa sefapano sa Kreste. Batho bao ba bolotseng ha ba boloke Molao, ba mpa ba lakatsa hore le bolle, ba tle ba ithorise ka ho bolotswa ha lona. Nna ke mpe ke se ithorise ka letho, haese feela ka sefapano sa Morena wa rona Jesu Kreste, seo ka sona ho nna lefatshe le thakgisitsweng, le nna ke thakgisitsweng ka nqeng ya lefatshe! Ho bolla kapa ho se bolle hase letho; tabataba ke ho ba mmopuwa e motjha. Bohle ba tsamayang ka molao ona, kgotso le mohau di ke di be le bona, le Iseraele wa Modimo. Ho tloha jwale ho se be ya ntshwenyang, hobane mmeleng wa ka ke na le mehwabadi e bontshang hore ke wa Jesu. Mohau wa Morena wa rona Jesu Kreste o ke o be le lona, bana beso. A ho be jwalo! Nna Paulosi, moapostola wa Kreste Jesu ka thato ya Modimo, ke dumedisa badumedi ba leng Efese, ba tshepahalang ho Kreste Jesu, ke re: Mohau le kgotso ya Modimo Ntata rona, le ya Morena Jesu Kreste, di ke di be le lona. Ho ke ho bokwe Modimo, Ntata Morena wa rona Jesu Kreste, ya re hlohonolofaditseng ka Kreste ka mahlohonolo wohle a moya, a tswang mahodimong. Modimo o ikgethetse rona ka Kreste lefatshe le eso thewe, hore re halalele, re hloke sekodi pela hae, re be le lerato. A rera e sa le pele hore, ka Jesu Kreste, re be bana ba hae, ho ya ka ho rata ha hae le ka ho kgahlwa ha hae, e le hore re rorise mohau o tlotlehang wa hae, oo a re hauhetseng ka wona, ka Mora wa hae ya ratwang. Ke ka yena, ka madi a hae, re lopolotsweng, ra tshwarelwa dibe, ka baka la boholo ba mohau wa hae. Modimo o re atiseditse mohau oo haholo, ka ho re fa bohlale le kutlwisiso yohle. O re tsebisitse sephiri sa thato ya hae, e leng morero o mo kgahlileng e sa le pele. Morero oo Modimo a tla o phatlalatsa, ha nako e beilweng e fihlile, ke wa ho kopanya tsohle tse mahodimong le lefatsheng tlasa Kreste. Ka yena re abetswe lefa. Ho ya ka morero wa ya sebetsang tsohle ka thato ya hae, re kgethilwe e sa le pele, e le hore ka rona, bao re bileng ba pele ho tshepa Kreste, ho tle ho bonahatswe tlotla ya Modimo. Ke ka Kreste le lona le utlwileng lentswe la nnete, molaetsa o molemo o le pholosang. Ke yena eo le bileng la dumela ho yena, la ba la tshwauwa ka letshwao la Moya o Halalelang, oo le neng le o tshepisitswe. Moya oo re o filwe e le ho tiisa hore re tla ja lefa, mme ke tshepiso ya ho lopollwa ha bao e leng leruo la Modimo, ho tle ho bonahatswe tlotla ya hae. Ka baka leo le nna, ha ke se ke utlwile tsa tumelo ya lona ho Morena Jesu, le lerato leo le ratang badumedi bohle ka lona, ha ke phetse ho leboha Modimo ka baka la lona ha ke le rapella. Ke kopa Modimo wa Morena wa rona Jesu Kreste, Ntate ya tlotlehang, hore a ke a le fe moya wa bohlale o le senolelang yena, le tle le mo tsebe. Modimo a ke a edise mahlo a lona a moya, le tle le tsebe seo pitso ya hae e le tshepisang sona, seo boholo ba tlotla bo leng sona, e leng tlotla eo le tla e ja lefa mmoho le bahalaledi, le seo boholo bo fetisisang ba matla a hae bo leng sona ho rona ba dumelang. Ka wona matla ao a hae a maholo, o sebeditse ho Kreste, ha a mo tsosa bafung, mme a mmea ka letsohong la hae le letona, mahodimong, hore a tle a be kahodimo ho puso yohle, bookamedi bohle, matla wohle, le borena bohle ba meya e busang: kahodimo ho mang kapa mang, mehleng ena kapa mehleng e tlang. Modimo o bile o beile tsohle katlasa maoto a hae, mme ka ho mmea hodima tsohle, o mo entse hlooho ya kereke, eo e leng mmele wa hae, o phediswang ke yena ka ho tlala, yena ya phediswang ke Modimo ka ho tlala. Le ne le shwele ka baka la ditshito le dibe tsa lona, tseo le neng le phela ho tsona pele, ho ya ka mokgwa wa lefatshe lena, ho ya ka mmusi ya renang sebakeng, e leng moya o sebetsang jwale bathong ba sa mameleng. Pele, le rona bohle, re ne re balellwa hara bona, re latela ditakatso tsa rona tsa botho, re phetha thato ya tsona le ya maikutlo a rona. Ho ya ka tlhaho, re ne re le batho ba lokelwang ke kgalefo ya Modimo, jwaloka ba bang bohle. Empa, erekaha Modimo a le mohau haholo, ka baka la lerato leo a re ratang ka lona, o re tsositse bafung le Kreste, ha re ne re shwele ka baka la ditshito tsa rona. Hopolang he, hore ke ka mohau wa hae le pholositsweng. Modimo o re tsositse le Kreste, a re bea mmoho le yena mahodimong. Hona o ho entse hore mehleng e tlang a tle a bonahatse mohau wa hae o moholo ka ho fetisisa, ka mosa oo a re etseditseng wona ho Kreste Jesu, hobane ke ka mohau le pholositsweng ka ho dumela. Hona hase ho tswang ho lona, ke mpho ya Modimo; hase ho tswang mesebetsing ya lona, esere e mong wa lona a ithorisa. Re dibopuwa tsa Modimo, ka Kreste Jesu o re bopetse ho etsa mesebetsi e metle, eo a neng a e lokise e sa le pele hore re tle re e etse. Hopolang hore pele le ne le le baditjhaba ka tswalo, lona ba bitswang maqai ke Bajuda, bona ba ipitsang ba bolotseng, ka baka la lebollo le entsweng nameng ke batho. Ka nako eo le ne le se na Kreste, le se monamane wa setjhaba sa Iseraele ho hang, le se na kabelo dilekaneng le ditshepisong, le se na tshepo, le se na Modimo lefatsheng lena. Empa jwale, kaha le le ho Kreste Jesu, lona bao pele le neng le le hole, le atameditswe ka madi a Kreste. Ke yena kgotso ya rona, ya entseng Bajuda le baditjhaba setjhaba se le seng, eo ka mmele wa hae a heleditseng lerako la bora le dipakeng tsa bona. O fedisitse melawana le ditaelo tsa Molao wa Moshe. O bopile kgotso ka ho kopanya Mojuda le moditjhaba, a ba etsa motho e motjha ho yena. E ne e le hore a tle a ba boelanye le Modimo, ba babedi a ba etse mmele o le mong ka sefapano, a fedise bora ka sona. O tlile ho bolela molaetsa o molemo wa kgotso ho lona ba leng hole, le ho ba leng haufi. Ke ka yena, rona bohle, Bajuda le baditjhaba, re nang le tokelo ya ho atamela ho Ntate ka Moya o le mong. Ha ho le jwalo, ha le sa le melata kapa bajaki, empa le se le le baahi ba sebele hammoho le bahalaledi, mme le ba lelapa la Modimo. Le hahilwe hodima motheo oo e leng baapostola le baporofeta, oo Kreste Jesu ka sebele e leng lejwe la mantlha la wona. Ke ho yena mohaho wohle o kopantsweng hammoho, mme o holang, o fetohang tempele e halalelang ya Morena. Ho yena le lona le haheletswe hammoho le ba bang, hore le be leaho la Modimo la moya. Ke ka hona, nna Paulosi, ke le motshwaruwa ka baka la Kreste Jesu, le ka baka la lona baditjhaba, ke rapelang Modimo. Ke a tshepa, le utlwile kamoo Modimo a nneileng tshebetso ya mohau eo ke e etsetsang lona kateng, le kamoo, ka ho senolelwa, ke tsebisitsweng sephiri sa hae kateng, jwalokaha ke se ke ngotse hakgutshwanyane. Ka ho bala seo ke se ngotseng, le tla elellwa kutlwisiso eo ke nang le yona ya sephiri sa Kreste. Mehleng e fetileng Modimo ha a a ka a tsebisa batho sephiri seo, empa kajeno, ka Moya, o se senoletse baapostola le baporofeta ba hae ba halalelang. Sephiri seo ke ho re, ho Kreste Jesu, ka molaetsa o molemo, baditjhaba ke majalefa mmoho le Bajuda, bobedi ke ditho tsa mmele o le mong, mme ba na le kabelo tshepisong e le nngwe. Ke entswe mosebeletsi wa molaetsa oo, ka mpho ya mohau eo Modimo a mphileng yona, ka ho sebedisa matla a hae. Nna ke e monyenyane hara badumedi bohle, empa ke abetswe mosebetsi ona o kgethehileng, wa ho bolella baditjhaba molaetsa o molemo wa menono e ke keng ya lekanngwa ya Kreste, le ho bontsha batho bohle kamoo Modimo a phethahatsang morero wa hae wa sephiri kateng. Haesale Modimo, Mmopi wa tsohle, a patile sephiri seo sa hae, e le hore kajeno, ka kereke, meya e busang, le e laolang sebakeng, e tle e tsebe bohlale ba Modimo ka mefuta yohle ya bona. Modimo o entse hona ka ho ya ka morero wa hae wa kgalekgale, oo a o phethileng ka Kreste Jesu, Morena wa rona. Ke ka Kreste, le ka ho dumela ho yena, re nang le sebete sa ho atamela ho Modimo ka tshepo. Ka hona ke le kopa hore le se ke la tepella, hobane ke matshwenyehong ka baka la lona, mme le ka ithorisa ka wona. Ka baka leo, ke kgumamela Ntate, eo meloko yohle e mahodimong le lefatsheng e reeletsweng ka yena. Ka ho ya ka boholo ba tlotla ya hae, a ke a le ekeletse matla ka Moya wa hae le tle le matlafale bothong ba lona ba moya, e le hore, ka tumelo, Kreste a ahe ka dipelong tsa lona. Le tsitse, le tiye leratong, hore, mmoho le badumedi bohle, le tle le tsebe ho utlwisisa seo bophara ba lona, bolelele ba lona, bophahamo ba lona, le botebo ba lona bo leng sona. Le tsebe lerato la Kreste le fetang tsebo yohle, e le hore le tlale bophelo bo phethehileng ba Modimo. Yena eo matla a hae, ka ho sebetsa ka ho rona, a ka etsang tse fetang hole tseo re ka di kopang kapa tseo re ka di hopolang, a ke a tlotliswe kerekeng le ho Kreste Jesu, kamehla le mehla, ka mengwaha le mengwaha. A ho be jwalo! Jwale nna, ke le motshwaruwa ka baka la Morena, ke le rapela hore le phele ka mokgwa o tshwanelang pitso eo le bitsitsweng ka yona: ka boikokobetso bohle, le bonolo, le boiphapanyo, le ka ho mamellana ka lerato. Le thahaselle ho boloka bonngwe ba Moya ka ho tlamahana ka kgotso. Mmele o mong le Moya o mong, jwalokaha ho ena le tshepo e le nngwe eo le e bitseditsweng. Morena o mong, tumelo e nngwe, kolobetso e nngwe. Modimo eo e leng Ntata rona bohle o mong, o okametse bohle, o sebetsa ka bohle, o kahara bohle. Empa e mong le e mong wa rona o neilwe mohau ho ya kamoo Kreste a mo lekanyeditseng mpho ya hae kateng. Ke ka baka leo ho thweng: “O ile a nyolohela hodimo, a thopile batshwaruwa; a nea batho dineo.” Jwale ho re “o ile a nyolohela” ke ho reng, haese ho bolela hore o ile a qala ka ho theohela tlasetlase lefatsheng? Ya ileng a theohela tlase, ke yena ya nyolohetseng hodimodimo ho mahodimo wohle, hore tsohle di tlale boyena. Ke yena ya ileng “a nea” ba bang ho ba baapostola, ba bang baporofeta, ba bang baboledi ba molaetsa o molemo, ba bang badisa, ba bang baruti, hore ba lokisetse badumedi tshebeletso ya Modimo, mmele wa Kreste o tle o matlafale. Ka mokgwa ona bohle re tla fihlela bonngwe ba tumelo le ba ho tseba Mora wa Modimo; re tle re be batho ba phethehileng ha re lekanngwa le boleng bo tletseng ba Kreste. Ka hona ha re sa tla hlola re eba masea a tsokoletswang kwana le kwana, a fefolwang ke moya ofe le ofe wa dithuto tsa batho ba mano, ba kgelosang ka maqiti a bona. Empa ha re bolela nnete ka lerato, re tla hola ka mekgwa yohle, ho ba ba Kreste, eo e leng hlooho. Mmele wohle o kopanngwa ke yena, o tlamahanngwa manonyeletsong wohle ao o nang le wona. Ha setho ka seng se sebetsa kamoo se lokelang kateng, mmele o a hola, o imatlafatsa ka lerato. Ka lebitso la Morena ke le bolella sena, mme ke a se tiisa, ke re: Le se hlole le phela jwaloka bahedene, ba tsamaiswang ke maikutlo a bona a lefeela. Dikelello tsa bona di fifetse, ba fapohile bophelo ba Modimo, ka baka la bothoto ba bona, le ka baka la bothata ba dipelo tsa bona. Kahobane ba shwele moya, ba ineeletse bokgopo, tsohle tse ditshila ba di tswetse pelo. Empa lona ha le a ka la ithuta Kreste ka tsela e jwalo, haeba ruri le utlwile tsa hae, mme le rutilwe nnete kamoo e leng kateng ho Jesu. Tlohelang metsamao ya lona ya pele, le fedise botho ba lona ba kgale, bo senyehileng ka baka la ditakatso tse thetsang. Le lokela ho ntjhafala dikelellong le moyeng, mme le apare botho bo botjha, bo bopilweng ka ho tshwana le Modimo ka ho loka le ka kgalalelo ya nnete. Ka baka leo, tlohelang leshano, motho ka mong a bue nnete le wa bo, hobane re ditho tsa mmele o le mong. Ha le halefile le se ke la etsa sebe; letsatsi le se ke la le dikella le ntse le halefile. Le se ke la fa Diabolosi monyetla. Ya utswang a se hlole a utswa, a mpe a tshware ka thata, a sebeletse tse molemo ka matsoho a hae, a tle a tsebe ho fa ya hlokang. Mahlapa a se ke a tswa melomong ya lona, ho mpe ho tswe dipolelo tse molemo, tse ka thusang ho matlafatsa ba di utlwang, le ho ba tlisetsa lehlohonolo. Le se ke la swabisa Moya o Halalelang wa Modimo, oo ka wona le tshwaetsweng letsatsi la topollo. Fedisang boswele bohle, le bohale, le kgalefo, le lerata, le bonyefodi, le bobe bohle. Rekolohelanang, le hauhelane, le tshwarelane, jwalokaha le Modimo a le tshwaretse ka Kreste. Etsisang Modimo, kaha le le bana ba hae ba ratehang. Phelang ka lerato, jwalokaha le Kreste a le ratile, mme a tela bophelo ba hae ka baka la lona, hore e be nyehelo le sehlabelo se monko o monate ho Modimo. Empa ha e le bohlola, le tsohle tse ditshila, le meharo, di se ke tsa bolelwa le ho bolelwa hara lona, jwalokaha ho loketse bahalaledi. Ho se be dipolelo tse manyala, tsa bothoto, kapa tsa meswaso e mebe, e leng tse ronehang; ho mpe ho iswe diteboho ho Modimo. Tsebang hore bohle bao e leng dihlola, kapa ba ditshila, kapa ba meharo, hobane meharo ke ho sebeletsa modimo wa bohata, ha ba na ho ja lefa Mmusong wa Kreste le wa Modimo. Ho se be motho ya le thetsang ka dipolelo tsa lefeela, hobane ka baka la tse jwalo kgalefo ya Modimo e tlela ba sa mo mameleng. Le se sebedisane le batho ba jwalo. Pele le ne le le lefifing, empa kajeno le leseding, hobane le ba Morena. Phelang jwaloka bana ba lesedi. Ditholwana tsa lesedi ke tsohle tse molemo, tse lokileng le tsa nnete. Kgethang tse kgahlisang Morena. Le se ke la ikamahanya le mesebetsi e nyopang ya lefifi, le mpe le e nyatse. Tseo ba di etsang sephiring, le ho di bolela ho dihlong, empa tsohle di totobatswa ke lesedi. Tsohle tse bonahatswang ke lesedi di fetoha lesedi. Ke ka baka leo ho thweng: “Tsoha, wena morabadi, tsoha bafung, mme Kreste o tla o bonesetsa.” Hlokomelang metsamao ya lona haholo; le se be dithoto, le mpe le be ba bohlale, le sebedise monyetla oo le o fumanang, hobane mehla ena e mebe. Ka baka leo, se fetoheng mawatla, le mpe le utlwisise seo e leng thato ya Morena. Se tahweng ke jwala bo le isang boitahlong, le mpe le tlale Moya o Halalelang. Kgothatsanang ka dipesalema, difela le dipina tse halalelang; rokang Morena, mme le mminele dipesalema ka dipelong tsa lona. Kamehla lebohang Modimo Ntate ka baka la tsohle, ka lebitso la Morena wa rona Jesu Kreste. E mong a ikokobeletse e mong ka ho hlompha Kreste. Lona basadi, ikokobeletseng banna ba lona, jwalokaha le ikokobeletsa Morena, hobane monna ke hlooho ya mosadi, jwalokaha le Kreste e le hlooho ya Kereke. Ke yena mopholosi wa mmele, e leng kereke. Jwalokaha kereke e ikokobeletsa Kreste, ka mokgwa o jwalo basadi le bona ba ikokobeletse banna ba bona nthong tsohle. Le lona banna, ratang basadi ba lona, jwalokaha le Kreste a ratile kereke, mme a e teletse bophelo ba hae. O ratile ho e halaletsa, ka ho e hlwekisa ka tlhatsuo ya metsi, le ka lentswe, hore a tle a itlhophele kereke e kgabane, e se nang letheba, leha e le maswebe, leha e le tse ding tsa tse jwalo, e mpe e be e halalelang, e hlokang sekodi. Le banna ba tshwanetse ho rata basadi ba bona jwalo, jwaloka mmele ya bona hantle. Ya ratang mosadi wa hae o a ithata. Ha ho eso be motho ya kileng a hloya mmele wa hae, empa o ye a o fepe, a o baballe. Sena ke sona seo Kreste a se etsetsang kereke ya hae, e leng mmele wa hae oo re leng ditho tsa wona. Ka baka lena, monna o tla tlohela ntatae le mmae, a matahane le mosadi wa hae, mme ba babedi bao ba tla fetoha ntho e le nngwe. Polelo ena ke sephiri se seholo, mme nna ke re e lekanya Kreste le kereke. Ha ho le jwalo, e mong le e mong wa lona a rate mosadi wa hae jwalokaha a ithata; mosadi le yena a homphe monna wa hae. Lona bana, mamelang batswadi ba lona ka baka la Morena, hobane hona ke tshwanelo ya lona. “Hlompha ntatao le mmao.” Ona ke molao wa pele o nang le tshepiso e reng: “O tla atleha, mme o phele halelele lefatsheng.” Le lona bo-ntata bana, le se ke la kgentsha bana ba lona, empa le ba hodisetse Morena ka ho ba kgalemela le ho ba ruta hantle. Lona makgoba, mamelang beng ba lona ba lefatshe ka tshabo, le ka thothomelo, le ka botshepehi, jwaloka hoja le sebeletsa Kreste. Hona le se ke la ho etsa feela ha ba le teng, jwaloka ba ratang ho kgahlisa batho, empa jwaloka makgoba a Kreste a etsang thato ya Modimo ka pelo yohle. Le ba sebeletse ka moya o motle, jwaloka hoja le sebeletsa Morena, e seng batho. Tsebang hore motho ka mong o tla fumana moputso ho Morena, ka baka la tsohle tse lokileng tseo a di etsang, le haeba motho eo e le lekgoba kapa molokolohi. Le lona beng ba makgoba, le a etse jwalo, le sa a sokele. Tsebang hore lona le wona le na le Morena a le mong mahodimong, ya sa yeng ka tshobotsi. Ke qetella ka ho re: Imatlafatseng ka matla a maholo a Morena. Hlomelang ka dihlomo tsohle tsa Modimo, hore le tle le tsebe ho qhela maraba a Diabolosi. Ha re lwane le motho wa nama le madi, empa re lwana le meya e busang, le e laolang, le e renang hodima lefatshe lena la lefifi, e leng meya e kgopo, e sebakeng. Ka baka leo, nkang dihlomo tsohle tsa Modimo, e le hore, mohla ho leng hobe, le tle le tsebe ho ema senna ho isa qetellong. Kahoo ebang malalaalaotswe, nnete e be leqhama la lona, ho loka ho sireletse difuba tsa lona, mafolofolo a ho bolela molaetsa o molemo wa kgotso, e be meqathatso ya lona. Haholoholo tshwarang thebe ya tumelo eo ka yona le ka tsebang ho tima malakabe a metsu yohle e tukang ya E Mobe. Rwalang katiba ya tshepe ya pholoho, le tshware sabole ya Moya, e leng lentswe la Modimo. Dithapelong le dikopong tsohle, le nne le rapele ka Moya ka nako tsohle. Le fadimehele ho rapella badumedi bohle ka tiisetso. Le nna le nthapelle hore ke newe ho bolela molaetsa o molemo, ke phatlalatse sephiri sa wona ka sebete. Leha ke le ditlamong, ke ntse ke le leqosa la wona. Nthapelleng hore ke tle ke bue ka molaetsa ona ka sebete, jwalokaha ke tlamehile. Jwale, hore le tle le tsebe tsa ka, tseo ke di etsang, Tikikose ngwaneso ya ratehang, mosebeletsi ya tshepahalang wa Morena o tla le bolella tsona. Ke mo rometse hona hoo ho lona, hore le tle le tsebe tsa rona, mme a kgothatse dipelo tsa lona. Kgotso, le lerato, le tumelo, tse tswang ho Modimo Ntate le ho Morena Jesu Kreste, di ke di be le bana babo rona bohle. Mohau o ke o be le bohle ba ratang Morena wa rona Jesu Kreste ka lerato le sa feleng. Nna Paulosi, le Timothea, bahlanka ba Kreste Jesu, re dumedisa badumedi bohle bao e leng ba Kreste Jesu, ba leng Filipi, le baokamedi, le basebeletsi ba kereke, re re: Mohau le kgotso ya Modimo Ntata rona le ya Morena Jesu Kreste di ke di be le lona. Ke leboha Modimo wa ka kamehla ha ke le hopola, mme kamehla ha ke le rapella bohle, ke ka thabo ke rapelang, hobane le ile la kopanela molaetsa o molemo wa Kreste le nna, ho tloha letsatsing la pele ho fihlela kajeno. Ke kgodisehile hore ya qadileng mosebetsi ona o motle hara lona o tla o ntshetsa pele ho fihlela Letsatsing la ho tla ha Kreste Jesu. Ho a lokela hore ke be le maikutlo a jwalo ka lona bohle, kaha le le pelong ya ka kamehla, lona bohle ba nang le kabelo lehlohonolong la ka, leha ke le ditlamong, leha ke fumane sebaka sa ho buella kapa ho tiisa molaetsa o molemo. Modimo ke paki ya kamoo ke le hlolohetsweng kateng ka lerato le kang la Kreste Jesu. Thapelo ya ka ke hore le ekeletswe lerato le nang le tsebo le kutlwisiso yohle hoyahoile, hore le tle le tsebe ho hlalohanya tse nang le thuso. Kahoo le tla hloka kodi le molato mohla Letsatsi la ho tla ha Kreste, le tlale ho loka ho tswang ho Kreste, e tle e be tlotla le thoriso ho Modimo. Bana beso, ke rata ho le tsebisa hore tse ntlhahetseng di entse hore molaetsa o molemo o atlehe haholo. Ba ntlo ya bobusisi kaofela, le ba bang bohle, ba tseba hantle hore ke ditlamong ka baka la Kreste, mme bana babo rona ba bangata ba tshepile Morena ka ho tiya ka baka la ditlamo tsa ka, hoo ba leng sebete ho feta pele ho bolela lentswe la Modimo ba sa tshabe letho. Ke nnete, ba bang ba phatlalatsa tsa Kreste ka mona le ka kgang, empa ba bang ba etsa jwalo ka dipelo tse ntle. Ha e le bona ba etsa ka lerato, ba ntse ba tseba hore nna ke kwano ka baka la ho buella molaetsa o molemo. Ba pele bona ba bolela tsa Kreste ka kgang, ka sepheo se sebe, ba hopotse hore ba tla nkekeletsa matshwenyeho ha ke ntse ke le ditlamong. Ho nang? Ha feela Kreste a ntse a bolelwa ka mokgwa ofe kapa ofe, e ka ba ka boiketsiso kapa ka nnete, hoo ho a nthabisa, mme ke tla nne ke ho thabele. Ke tseba hore, ka dithapello tsa lona le ka thuso ya Moya wa Jesu Kreste, qetello ya tsena tsohle e tla ba pholoho ya ka. Seo ke se lebeletseng, mme ke se tshepileng, ke sena: Ha ke na ho swabiswa ke letho, empa jwale le kamehla ke na le tshepo e tiileng ya hore Kreste o tla tlotliswa ka nna, leha nka shwa kapa ka phela. Ho nna, bophelo ke Kreste, mme lefu le molemo ho feta. Empa haeba ho phela lefatsheng ho ka nthusa ho phetha mosebetsi wa bohlokwa, ke tla kgetha eng? Ha ke tsebe. Ke qakilwe ke ntho tsena tse pedi: Ke lakatsa ho falla bophelong bona, ke yo ba le Kreste, mme hona ho molemo ka ho fetisisa, empa ho phela lefatsheng ho ntse ho hlokahala haholo, ka baka la lona. Jwale ke kgodisehile, mme ke a tseba hore ke tla nne ke phele, ke dule le lona bohle, le tle le fumane katleho le thabo tumelong. Ha ke se ke boetse ho lona hape, le tla tseba ho ithorisa haholo ka nna ho Kreste Jesu. Feela le ke le phele ka mokgwa o tshwanelang molaetsa o molemo wa Kreste, e le hore, leha nka tla ho le bona kapa ka sitwa, ke nne ke utlwe hore le ntse le tiile, le moyamong, mme ka maikutlo a le mang le lwanela tumelo e hlahiswang ke molaetsa o molemo. Le se ke la tshoswa ke bahanyetsi le ka mohla. Ho bao hona e tla ba pontsho ya hore ba tla timela, mme lona le pholohe, ebile e le ka thato ya Modimo. Lona le filwe lehlohonolo, e seng feela la ho dumela ho Kreste, empa le la ho mamella mahloko ka baka la hae. Le lwana ntwa e tshwanang le eo le boneng ke e lwana, eo le utlwang hore le jwale ke sa e lwana. Haeba ho Kreste le fumana matshediso, le kgothatso e tswang leratong, le phedisano le Moya o Halalelang, le mohau, le kutlwelobohloko, le ke le nthabise haholo, ka ho ba pelonngwe, ka ho ba le lerato le tshwanang, le ka ho ba moyamong, le maikutlo a le mang. Le se ke la etsa letho ka kgang kapa ka boithoriso ba lefeela, empa ka boikokobetso e mong le e mong wa lona a nke ba bang ba le baholo ho yena. Motho ka mong a se ke a itadimela tsa hae feela, a mpe a tadime le tsa ba bang. Ebang le maikutlo ana a neng a le ho Kreste Jesu: Yena, o ne a ena le boleng ba Modimo, mme o ne a sa hopole hore o iphamolela letho ha a re, o lekana le Modimo, empa o ile a iketsa lefeela, a inkela boleng ba lekgoba, a tshwana le batho, a phela jwaloka motho. O ile a inyenyefatsa, ya eba ya mamelang ho isa lefung, le hona lefu la sefapano. Ka baka leo, Modimo o ile a mo phahamisetsa hodimodimo, mme a mo fa lebitso le hlomphehang ho feta mabitso wohle, e le hore, ha ho bitswa lebitso la Jesu, mangwele wohle a lehodimong, le a lefatsheng, le a katlasa lefatshe, a tle a kgumame, mme maleme wohle a tle a bolele hore “Jesu Kreste ke Morena,” e be tlotliso ho Modimo Ntate. Ka baka leo, baratuwa, le lona le mamele jwaloka kamehla. Etsang jwalo, e seng feela ha ke le teng, empa haholoholo kajeno ha ke le siyo. Sebeletsang pholoho ya lona ka tshabo le ka thothomelo, hobane ho rata le ho phetha ha lona ho sebetswa ka ho lona ke Modimo, ka ho ya ka boithatelo ba hae. Etsang tsohle ntle ho pelaelo kapa ngangisano, e le hore le tle le hloke molato, le se ke la nyatseha, le be bana ba Modimo ba hlokang kodi, hara moloko ona o kgopo, o bolotsana, oo ho wona le kganyang jwaloka dinaledi sebakeng, ka ho o tlisetsa lentswe la bophelo. Ha le etsa jwalo, ke tla ithorisa ka lona mohla Letsatsi la ho tla ha Kreste, hobane e tla ba ha ke a mathela lelea, ha ke a sebeletsa ntataselala. Le haeba madi a ka a ka tshollelwa ho ba sehlabelo ho Modimo, se kopanang le nyehelo le tshebeletso ya tumelo ya lona, hoo ho tla nthabisa, mme ke tla thaba le lona bohle. Ka lona lebaka leo, le lona thabang, mme le thabe mmoho le nna. Ka thuso ya Morena Jesu ke tshepile ho le romela Timothea haufinyane, le nna ke tle ke kgothale ha ke utlwa tsa bophelo ba lona. Ke yena feela mona ya nang le maikutlo a kang a ka, ya le thahasellang. Bohle ba ipatlela tsa bona, e seng tseo e leng tsa Kreste Jesu. Timothea o pakwa ke mesebetsi ya hae. Le tseba hore o nthusitse ho phatlalatsa molaetsa o molemo, jwalokaha mora a thusa ntatae. Ka baka leo, ke yena eo ke hopotseng ho mo roma, hanghang ha ke bone boemo ba ditaba tsa ka. Ka thuso ya Morena ke na le tshepo e tiileng ya hore le nna ke tla tla ho lona haufinyane. Hape ke fumana ho lokela hore ke rome ngwanabo rona Epafaroditose, eo re thusaneng le yena mosebetsing le ntweng, eo le neng le mo laele ho tla ntshebeletsa ha ke ne ke hloka thuso. O le hlolohetswe bohle, o tshwenyehile haholo, hobane le ne le utlwe hore o ile a kula. E, ke nnete o ne a kulela lefu, empa Modimo o ile a mo hauhela. Ha a a ka a hauhela yena feela, empa le nna o nkgauhetse, esere ka sithabetswa ke maswabi. Ka baka leo, ke thabetse ho mo romela ho lona, le tle le thabele ho mmona hape, le nna maswabi a ka a tle a fokotsehe. Mo amoheleng ka thabo ka lebitso la Morena. Hlomphang ba kang yena, hobane ka baka la mosebetsi wa Kreste o ile a batla a eshwa, feela a sa re letho ka bophelo ba hae, a mpa a iteletse ho ntshebeletsa moo lona le sitilweng ho ntshebeletsa teng. Jwale, bana beso, ke re: Thabang ka ho ba ho Morena. Ha ke tswafe ho pheta seo ke ileng ka le ngolla sona, etswe hona ho tla etsa hore le se tsebisise. Hlokomelang dintjha tseno, hlokomelang bano ba etsang bokgopo, hlokomelang bano ba lebollo le se nang thuso. Ba lebollo la nnete ke rona, ba rapelang Modimo ka moya, ba ithorisang ka Jesu Kreste. Ha re a tshepa tsa botho. Le nna ke ne nka tshepa tsa botho. Haeba e mong a hopola hore a ka di tshepa, e ne e ka ba nna wa pele. Ke ile ka bolotswa ha ke le matsatsi a robedi. Ke Moiseraele ka tswalo, wa leloko la Benjamine, ke Moheberu wa mmakgonthe. Ka nqeng ya Molao ke Mofarisi; ka nqeng ya tjheseho ke ne ke le mohlorisi wa kereke; ka nqeng ya ho loka ho tswang Molaong, ha ke nyatsehe. Empa tsohle tseo ke neng ke di tadima e le phaello, jwale ke di nka e le tahlehelo, ka baka la Kreste. Ho feta mona ke nka tsohle e le tahlehelo, ha ke di bapisa le seo e leng sa bohlokwa, e leng ho tseba Kreste Jesu, Morena wa ka. Ka baka la hae ke tetse tsohle, mme ke di nka e le manyala, e le hore ke tle ke rue Kreste, ke be ntho e le nngwe le yena, e seng ka ho loka ha ka ho tswang Molaong, empa ka ho loka ho fumanwang ka tumelo ho Kreste. Ho loka hona ho tswa ho Modimo, ho theilwe hodima tumelo. Ke batla ho tseba Kreste feela, le matla a tsoho ya hae, ke be le kabelo mahlokong a hae, ka ho tshwana le yena lefung la hae, ka tshepo ya hore ke tla tsoswa bafung ho iswa bophelong. Hase ho re ke se ke fihletse tsena tsohle, kapa ke se ke phethehile, empa ke ntse ke hwatalletse ho di hapa, hobane le nna Kreste Jesu a se a nkgapile. Bana beso, ha ke hopole hore ke se ke di hapile; ke etsa ntho e le nngwe feela, e leng ho lebala tseo ke seng ke di fetile, ke mpa ke hahamalla tse kapele. Ke mathela pakaneng ho hapa moputso wa pitso ya Modimo, e tswang hodimo, ka Kreste Jesu. Jwale rona ba seng ba phethehile, a re inahaneng jwalo, mme haeba ho ena le moo le sa nahaneng ka ho tshwana, Modimo o tla le senolela. Leha ho le jwalo, a re tsweleng pele ka seo re seng re se fihletse. Bana beso, bohle le nketsise. Ke le beetse mohlala, kahoo inkeleng wona ho ba o latelang. Jwalokaha ke le boleletse ka makgetlo, ke boetse ke pheta hape ka dikgapha, ke re: Ba bangata ba se ba phela e le dira tsa sefapano sa Kreste. Qetello ya bona e tla ba timelo, modimo wa bona ke dijo, ba ithorisa ka tsa bona tse dihlong, ba ikgopolela tsa lefatshe lena. Ha e le rona ha habo rona ke lehodimong, moo re lebeletseng Mopholosi wa rona ho tswa teng, e leng Morena wa rona Jesu Kreste. O tla fetola mmele ya rona e nyedisehang, hore e tshwane le mmele wa hae o tlotlehang, ka matla ao a nang le wona a ho bea tsohle tlasa hae. Ha ho le jwalo, bana beso ba ratehang, bao ke ba hlolohetsweng haholo, lona baratuwa, thabo le moqhaka wa ka, emang le tiile jwalo Moreneng. Ke rapela Efodia le Sintike hore ba be pelonngwe Moreneng. Le wena molekane wa ka mosebetsing, wena ya tshepahalang, ke a o kopa hore o ba thuse, hobane ba ile ba lwanela molaetsa o molemo hammoho le nna, le Tlelemente le balekane ba bang ba ka, bao mabitso a bona a ngotsweng bukeng ya bophelo. Kamehla thabang ka ho ba ho Morena; ke boela ke re: Thabang! Mosa wa lona o ke o tsejwe ke batho bohle. Morena o haufi. Se ngongoreheng ka letho, empa tsohle tseo le di hlokang le di hlahise ho Modimo ka thapelo le kopo e nang le teboho. Kgotso ya Modimo, e fetang kutlwisiso yohle, e tla boloka dipelo tsa lona le mehopolo ya lona ho Kreste Jesu. Qetellong, bana beso, tsohle tseo e leng nnete, tsohle tse hlomphehang, tsohle tse lokileng, tsohle tse hlwekileng, tsohle tse ratehang, tsohle tse babatsehang, leha e le eng le eng e kgabane le e rorisehang, tsena le di nahane. Tseo le ithutileng tsona, la di amohela, la di utlwa, la di bona ho nna, le di phethe, mme Modimo ya re fang kgotso o tla ba le lona. Morena o nthabisitse ha e le mona qetellong le ile la boela la nthahasella. Hase ho re le ne le sa nthahaselle, le mpile le sa fumane monyetla. Ha ke rialo ka baka la ho hloka, hobane ke ithutile ho kgotsofalla boemo boo ke leng ho bona. Ke tseba hore na ho kolla ntsi hanong ke eng; ke tseba le hore na ho hafa ka nkatana ke eng. Dinthong tsohle, ka mekgwa yohle, ke ithutile ho phela ka ho kgora le ka ho lapa, ka nala le ka bohloki. Nka etsa tsohle ka Kreste ya mmatlafatsang. Leha ho le jwalo, le entse hantle ha le nthusitse tsietsing ya ka. Le lona Bafilipi, le a tseba hore ha ke qala ho phatlalatsa molaetsa o molemo, ha ke tloha Masedonia, ha ho kereke e kileng ya mpuseletsa letho bakeng sa thuso ya ka, haese lona feela. Ha ke ne ke le Thesalonika, ke ka makgetlo le ileng la nthomella seo ke neng ke se hloka. Hase hobane ke batla dimpho, empa seo ke se batlang ke hore mosebetsi wa lona o behe ditholwana. Ke fumane tsohle tseo ke di hlokang, esita le ho feta; ke thusitswe kahohlehohle ka ho amohela ho Epafaroditose tse tswang ho lona, tseo e leng nyehelo e monko o monate, sehlabelo se amohelehang, se kgahlisang Modimo. Modimo wa ka o tla le sitsa ka tsohle tseo le di hlokang, ho ya ka bongata ba maruo a hae, ka Kreste Jesu. Jwale tlotla e be ho Modimo Ntata rona kamehla le mehla. A ho be jwalo! Dumedisang bohle ba dumelang ho Kreste Jesu. Bana babo rona, bao ke nang le bona, ba a le dumedisa. Badumedi bohle ba a le dumedisa, haholoholo ba sebetsang tlung ya Sesare. Mohau wa Morena Jesu Kreste o ke o be le lona. Nna Paulosi, moapostola wa Kreste Jesu ka thato ya Modimo, le Timothea ngwanabo rona, re dumedisa badumedi ba Kolose, bana babo rona ba tshepahalang ho Kreste, re re: Mohau le kgotso ya Modimo Ntata rona di ke di be le lona. Kamehla ha re ntse re le rapella, re leboha Modimo, Ntata Morena wa rona Jesu Kreste. Re utlwile tsa tumelo ya lona ho Kreste Jesu, le tsa lerato leo le nang le lona ho badumedi bohle, ka baka la ho tshepa tseo le di boloketsweng mahodimong. Le utlwile tsa tshepo eo ka lentswe la nnete, e leng molaetsa o molemo o le fihletseng. Molaetsa oo o namela lefatsheng lohle, mme o beha ditholwana. O entse jwalo le ho lona, ho tloha mohla le neng le utlwa tsa mohau wa Modimo, mme la fela la utlwisisa seo o leng sona. Sena le ile la se rutwa ke Epafarase, molekane wa rona ya ratehang wa bohlanka, eo e leng mosebeletsi ya tshepahalang wa Kreste, ya lebitsong la rona. Ke yena ya re tsebisitseng tsa lerato leo Moya o Halalelang o le neileng lona. Ka baka leo, ho tloha mohla re neng re utlwa hona, rona ha re a ka ra kgaotsa ho le rapella. Re nnile ra kopa Modimo hore a le fe ho tseba thato ya hae, ka ho le nea bohlale bohle le kutlwisiso yohle e tswang ho Moya wa hae. Ka tsela ena le tla phela ka mokgwa o tshwanelehang mahlong a Modimo, le mo kgahlise dinthong tsohle. Le tla atleha mesebetsing yohle e lokileng, mme le hole tsebong ya Modimo. Le tla matlafatswa ka mekgwa yohle, ka matla a tswang tlotleng ya hae, hore le tle le be le tiisetso le mamello e phethehileng. A le ke le leboheng Modimo Ntate ka thabo, yena ya le entseng ba lokelang ho ba le kabelo lefeng la bahalaledi, leseding. O re ntshitse matleng a lefifi, a re fetisetsa mmusong wa Mora wa hae ya ratehang, eo ka yena re fumanang topollo le tshwarelo ya dibe. Kreste ke setshwantsho sa Modimo ya sa bonweng. Ke yena Letsibolo, ya bileng teng pele ho tsohle tse hlodilweng. Ke ka yena Modimo a hlodileng tsohle, mahodimong le lefatsheng, tse bonwang le tse sa bonweng, esita le meya e laolang, leha e le e renang, e busang kapa e okamelang. Tsohle di hlodilwe ka yena, mme di hloletswe yena. Yena o bile teng pele ho tsohle, mme tsohle di tlamahantswe ke yena. Hape ke yena hlooho ya mmele, e leng kereke. Ke yena qaleho, ke yena wa pele ya tsohileng bafung, e le hore, dinthong tsohle, e tle e be yena wa pele. Ho kgahlile Modimo hore Kreste a be le bomodimo ka ho tlala, le hore, ka Kreste, a boelanye dintho tsohle le yena, leha e le tse lefatsheng kapa tse mahodimong, ka ho hloma kgotso ka madi a Kreste a tsholohileng sefapanong. Pele le lona le ne le le hole le Modimo, le le dira tsa hae ka mehopolo ya lona le ka mesebetsi ya lona e mebe. Empa kajeno Modimo o le boelantse le yena ka lefu la Kreste, ka mmele wa hae o shwang, e le hore le tsebe ho hlaha pela hae le le ba halalelang, ba se nang sekodi, ba hlwekileng. Feela eka kgona le tiisetse tumelong. Le tshware le tiye, le se kgelohe tshepong eo le bileng le yona ha le utlwa molaetsa o molemo, o phatlalletswang dibopuwa tsohle tse tlasa letsatsi, oo nna Paulosi ke entsweng mosebeletsi wa wona. Ke thabela ho hlokofatswa ka baka la lona jwale, hobane bothong ba ka ke qetela mahloko a saletseng ho ao Kreste a bileng le wona ka baka la mmele wa hae, e leng kereke. Ke entswe mosebeletsi wa kereke, ho ya ka mosebeletsi oo Modimo a nkabetseng wona hara lona, wa ho le ruta lentswe la hae ka ho tlala. Lentswe leo ke sephiri se neng se patetswe meloko e fetileng ho tloha kgale, empa kajeno se senoletswe badumedi ba hae. Modimo o ratile ho ba tsebisa menono le tlotla ya sephiri seo hara baditjhaba. Sephiri ke sena: Kreste o ka ho lona, eo ka yena le nang le tshepo ya tlotla. Ke yena eo re phatlalatsang tsa hae. Re ntse re lemosa batho bohle, mme re ba ruta bohlale bohle, hore re tle re ba hlahise e le ba phethehileng ho Kreste Jesu. Ke sona seo ke se sebeletsang ka thata, seo ke se lwanelang ka thuso ya Kreste, ya sebetsang ka matla a hae ka ho nna. Ke rata ha le ka tseba kamoo ke le lwanetseng haboima kateng, lona, le baahi ba Laodisea, le ba bang ba bangata ba sa tsebeng le sefahleho sa ka. Ke entse jwalo hore dipelo tsa bona di tshedisehe, di kopane mmoho ka lerato, ba tle ba rue tsebo e tletseng, e tlisang kutlwisiso ya sephiri sa Modimo, e leng Kreste. Ke ho yena Kreste moo matlotlo wohle a bohlale le a tsebo a patilweng teng. Ke le bolella tsena e le hore ho se be ya ka le kgelosang ka dipuo tse hapang. Le hoja ke le siyo ka seqo, ke ntse ke ena le lona ka moya, mme ke thabela ho bona kamoo le itlhophisitseng, le tiileng kateng tumelong ya lona ho Kreste. Jwale, kaha le amohetse Kreste Jesu e le Morena, phelang mmoho le yena. Metso ya bophelo ba lona e ke e tebe ka ho yena, e be yena motheo wa bona; le tiye tumelong kamoo le e rutilweng kateng, mme teboho ya lona e kgaphatsehe. Hlokomelang, esere e mong a le tshwasa, a le thetsa ka mafeela a bohlale ba botho, bo ipapisitseng le meetlo ya batho, boo e leng ba meya e busang lefatshe, e seng ba Kreste. Bomodimo bohle, ka ho tlala ha bona, bo ahile ho yena, bothong ba hae. Ka yena, eo e leng hlooho ya meya yohle e busang, le e okamelang, le neilwe bophelo ka ho tlala. Hape ho yena le boloditswe ka lebollo leo e seng la batho, empa leo e leng lebollo la Kreste, le le lokollang matleng a mmele ona wa botho. Ka kolobetso le epetswe le yena, la ba la tsoswa le yena bafung, ka ho tshepa matla a Modimo ya mo tsositseng bafung. Le ne le shwele ka baka la dibe tsa lona, le ne le sa bolla moyeng, empa Modimo o ile a le phedisa mmoho le Kreste, a le tshwarela ditshito tsohle tsa lona. O hlakotse lengolo la molato mmoho le ditaelo tsa lona tse neng di re ahlola, a le kgokgothella sefapanong. Ka sona meya e busang le e okamelang, ya amohuwa matla a yona ke Kreste; a e hobosa, a e kenya mokolokong wa hae wa tlholo e le bathopuwa. Jwale ho se be ya ka le ahlolelang tseo le di jang, kapa tseo le di nwang, kapa ho boloka matsatsi a mekete, kapa a ho thwasa ha kgwedi, kapa a Disabatha. Tsena tsohle e ne e le seriti feela sa tse tlang ho tla; hoo e leng ha nnete ke Kreste. Le se ke la hlokiswa moputso wa lona ke ba ikokobetsang ka mokgwa o fosahetseng, mme ba rapelang mangeloi, ba reng ba bona dipono, ba ikgohomosang ka dintho tsa lefeela ka baka la menahano ya bona ya botho. Ba kgaoditse ho itshwarella ka hlooho, e leng yona e kopanyang mmele wohle ka manonyeletso le mesifa ya wona, e o laole, mme o hole kamoo Modimo a ratang kateng. Erekaha le shwele le Kreste, mme le lokolotswe matleng a meya e busang lefatshe, ho ya kang ha le ntse le phela jwaloka hoja le ba lefatshe lee, le ntse le hlompha ditaelo tse kang tsena: “Se ka ama hona; se ka latswa hono; se ka thetsa hane?” Tsena tsohle ke tse senyehang ha di sebediswa. Hona ke ho latela melawana le dithuto tse tswang ho batho. Leha ho ba le borapedi ba maiketsetso, ho ikokobetsa ka mokgwa o fosahetseng, ho hlokofatsa mmele, di bonahala e ka di na le bohlale, ha di na thuso, haese ho tjhatjhehisa ditakatso tsa botho. Erekaha le tsositswe bafung le Kreste, batlang dintho tse hodimo, moo Kreste a dutseng ka letsohong le letona la Modimo. Thahasellang dintho tse hodimo, e seng tse lefatsheng, hobane le shwele, mme bophelo ba lona bo patehile le Kreste ho Modimo. Mohla Kreste eo e leng bophelo ba lona a bonahatswang, le lona le tla bonahatswa le yena ka tlotla. Ha ho le jwalo, bolayang ditakatso tsa lona tsa lefatshe, e leng bohlola, tse ditshila, ditakatso tse mpe, tsa bokgopo, le meharo, hobane meharo ke ho sebeletsa modimo wa bohata. Ka baka la tse jwalo bohale ba Modimo bo tlela ba sa mo mameleng. Pele le lona le ne le phela ho ya ka ditakatso tse jwalo, empa kajeno lahlang tsena tsohle: bohale, le kgalefo, le lonya. Bonyefodi le dipolelo tse hlabisang dihlong di se tswe melomong ya lona. Le se ke la bolellana mashano, hobane le hlobotse botho ba lona ba kgale le mesebetsi ya bona. Le apere botho bo botjha bo ntjhafatswang hore bo tshwane le Mmopi, le tle le be le tsebo ya nnete. Kahoo ha ho sa le moditjhaba kapa Mojuda, ya bolotseng kapa ya sa bollang, ya hlaha, ya tala, lekgoba le molokolohi, empa ho na le Kreste feela; ke yena tsohle, mme o ho bohle. Kaha le le bakgethwa ba Modimo, ba halaleditsweng, ba ratwang ke yena, ebang le kutlwelobohloko, le mosa, le boikokobetso, le bonolo, le boiphapanyo. Ha e mong a lla ka e mong le mamellane, mme le tshwarelane jwalokaha le Morena a le tshwaretse. Hodima tsena tsohle, ebang le lerato, e leng lona le tlamahanyang tsohle hore di phethehe. Kgotso ya Kreste e ke e buse dipelo tsa lona. Ke ka kgotso ena Modimo a le bitseditseng ho ba mmele o le mong. Lebohang ke hona. Lentswe la Kreste le ahe ka ho lona ka menono yohle ya lona. Rutanang, mme le eletsane ka bohlale bohle. Ka dipelo tse tletseng teboho, binelang Modimo dipesalema, difela le dipina tse halalelang. Eng kapa eng eo le e etsang kapa le e bolelang, le e etse lebitsong la Morena Jesu, mme ka yena le lebohe Modimo Ntata lona. Lona basadi, ikokobeletseng banna ba lona jwalokaha e le tshwanelo, ka baka la Morena. Lona banna, ratang basadi ba lona, mme le se ke la ba hlonamela. Lona bana, mamelang batswadi ba lona dinthong tsohle, hobane hona ho kgahlisa Morena. Lona batswadi, le se ke la kgentsha bana ba lona, esere ba nyahama dipelo. Lona makgoba, mamelang beng ba lona ba lefatshe dinthong tsohle. Hona le se ke la ho etsa feela ha ba le teng, jwaloka ba ratang ho kgahlisa batho, le mpe le ho etsa ka botshepehi, ka ho tshaba Morena. Sohle seo le se etsang, le se etse ka dipelo tsohle tsa lona, jwaloka hoja le se etsetsa Morena, e seng batho. Tsebang hore Morena o tla le putsa ka ho le etsa majalefa a hae. Morena eo le mo sebeletsang ke Kreste. Ha e le ya etsang ho sa lokang, o tla amohela moputso wa ho se loke, kaha Modimo ha a ye ka tshobotsi. Lona beng ba makgoba, tshwarang makgoba a lona hantle, le ka toka. Tsebang hore le lona le na le Morena lehodimong. Tiisetsang thapelong ka phadimeho le ka teboho. Le rona le re rapelle, hore Modimo a tle a re fumantshe monyetla wa ho phatlalatsa lentswe la hae, re bolele sephiri sa Kreste, seo ke leng ditlamong ka baka la sona. Nthapelleng hore ke se senole, jwalokaha ke tlamehile ho bua. Ebang sedi ho ba kantle, le sebedise monyetla oo le o fumanang. Kamehla dipolelo tsa lona e be tse mosa, tse nokilweng ka letswai, mme le ithute ho araba motho ka mong hantle. Tikikose, ngwanabo rona ya ratehang, mosebeletsi ya tshepahalang wa Morena le molekane wa rona wa bohlanka, o tla le tsebisa tsohle tsa ka. Ke ka lona lebaka lena ke mo romelang ho lona, hore le tle le tsebe tsa rona, mme a kgothatse dipelo tsa lona. O tsamaya le Onesimose, ngwanabo rona ya tshepahalang, ya ratehang, eo e leng mohahabo lona. Ba tla le tsebisa tsohle tsa kwano. Le dumediswa ke Arisetarekose eo re leng ditlamong le yena, le Mareka motswala Baranabase, eo le seng le fumane ditaelo tse amanang le yena. Mo amoheleng, haeba a ka tla ho lona. Hape le dumediswa ke Jesu ya bitswang Jusetose. Bao ke bona feela ho Bajuda ba sebeleditseng Mmuso wa Modimo hammoho le nna, ba ntshedisitseng haholo. Le dumediswa ke Epafarase, mohahabo lona, mohlanka wa Kreste Jesu. Kamehla o le rapella ka matla, hore le eme le tiile, le phethehile, le amohetse ka ho tlala thato yohle ya Modimo. Ke paka hore o sebeditse ka thata ka baka la lona, le la ba Laodisea, le la ba Hirapolese. Luka, ngaka e ratehang, le Demase, ba a le dumedisa. Dumedisang badumedi ba Laodisea, le Numefa, le kereke e phuthehelang tlung ya hae. Ha le se le badile lengolo lena, le le fetisetse ho ba kereke e Laodisea ba le bale; le lona le bale le tswang Laodisea. Le be le re ho Arekipose: “Hlokomela ho phetha mosebetsi wa Morena, oo o o abetsweng.” Tumediso ena e ngotswe ke nna Paulosi, ka letsoho la ka. Se lebaleng hore ke ditlamong. Mohau o ke o be le lona. Nna Paulosi, le Silefanose, le Timothea, re dumedisa kereke ya Bathesalonika, eo e leng ya Modimo Ntate le ya Morena Jesu Kreste, re re: Mohau le kgotso di ke di be le lona. Kamehla re leboha Modimo ka baka la lona bohle, mme ha re phetse ho le hopola dithapelong tsa rona. Pela Modimo, Ntata rona, re hopola mesebetsi ya tumelo ya lona, le boiteko ba lerato la lona, le tiisetso ya tshepo ya lona ho Morena wa rona Jesu Kreste. Re tseba le hore, lona bana babo rona, ba ratwang ke Modimo, le kgethilwe ke yena, hobane molaetsa o molemo wa rona ha o a ka wa tla ho lona ka dipolelo feela, empa o tlile le ka matla le ka Moya o Halalelang, le ka ho kgodiseha haholo. Ke seo re bileng sona hara lona ho le thusa, jwalokaha le tseba. Lona le ile la fetoha baetsisi ba rona le ba Morena, mme hara matshwenyeho a mangata la amohela lentswe la hae ka thabo e tswang ho Moya o Halalelang. Kahoo le fetohile mohlala ho badumedi bohle ba Masedonia le ba Akaya. Ho tloha ha habo lona, lentswe la Morena ha le a ka la tuma Masedonia le Akaya feela, empa botumo ba tumelo ya lona ho Modimo bo ile ba fihla dibakeng tsohle, hoo re seng re sa hloke ho bua ka taba eo. Bohle ba boledisa kamoo lona le re amohetseng hantle kateng, le kamoo le ileng la sokolohela ho Modimo kateng. Le ile la lahla medimo ya bohata, e le hore le tle le sebeletse Modimo ya phelang, wa nnete, mme le lebelle Mora wa hae ya tla tswa lehodimong, Jesu eo a mo tsositeseng bafung, yena ya tla re phemisa kgalefo e tlang. Bana beso, le tseba ka bolona hore ketelo ya rona ho lona ha e a ka ya eba ya lefeela. Kamoo le tsebang kateng, ha re le motseng wa Filipi, re ne re sa tswa hlokofatswa, re etswa hampe, empa ka thuso ya Modimo wa rona re ile ra ba sebete ho le bolella molaetsa o molemo wa Modimo, hara kganyetso e kgolo. Kgothatso ya rona ha e etswe ka phoso, kapa ka morero o ditshila, kapa ka mano, empa re bua jwalokaha Modimo a rata, yena ya re amohetseng, a re nea molaetsa o molemo. Ha re lakatse ho kgahlisa batho, re lakatsa ho kgahlisa Modimo ya hlahlobang dipelo tsa rona. Kamoo le tsebang kateng, ha re a ka ra tla ho lona ka maleme a monate, le ka meharo. Modimo ke paki. Ha re eso batle thoriso ho batho, kapa ho lona, leha e le ho mang kapa mang, le hoja re ka be re nnile ra le kgoka, kaha re le baapostola ba Kreste. Empa re ile ra ba bonolo ha re le hara lona, jwalokaha mosadi a baballa bana ba hae. Kamoo re le ratang kateng, ha re a ka ra ikemisetsa ho abelana le lona molaetsa o molemo feela, empa re ile ra ikemisetsa le ho le tella le bona bophelo ba rona, hobane re le rata haholo. Bana beso, le tla hopola kamoo re neng re sebetse ka thata kateng, ra fufulelwa! Ra na ra sebetsa motsheare le bosiu, hore ha re ntse re le bolella molaetsa o molemo wa Modimo, re se ke ra kgoka mang kapa mang wa lona. Lona le dipaki, le Modimo ke paki ya kamoo lona ba dumelang re ileng ra le tshwara kateng ka mokgwa o halalelang, o lokileng, o sa nyatseheng. Le a tseba hore re ile ra tshwara e mong le e mong wa lona hantle, jwalokaha ntata a tshwara bana ba hae. Ra le kgothatsa, ra le tshedisa, ra ipiletsa ho lona hore le phele ka mokgwa o tshwanelehang mahlong a Modimo, ya le bitsetsang mmusong wa hae le tlotleng ya hae. Le ka lona lebaka lena he, ha re phetse ho leboha Modimo, hobane ha re ne re le tlisetsa lentswe la Modimo, ha le a ka la le amohela jwaloka hoja ke la batho, empa le ile la le amohela e le lentswe la sebele la Modimo, ya sebetsang ka ho lona ba dumelang. Le lona, bana beso, le ile la tshwana le dikereke tsa Modimo tse Judea, tseo e leng tsa Kreste Jesu, hobane le lona le hlokofaditswe ke ba habo lona, jwalokaha le tsona di ile tsa hlokofatswa ke Bajuda. Bajuda ke bona ba ileng ba bolaya Morena Jesu le baporofeta, mme le rona ba re hlorisitse haholo. Ha ba kgahlise Modimo, mme ba hanyetsana le batho bohle. Ba ntse ba re sitisa ho bua ho baditjhaba hore baditjhaba ba tle ba pholoswe. Sena ke sebe sa ho qetela sa tseo ba nnileng ba di etsa, mme jwale kgalefo ya Modimo e qeteletse e ba kgaoleditse. Ha e le rona, bana beso, re ile ra arohana le lona hakgutshwanyane, empa leha re sa bonane ka mahlo, re ntse re ena le lona ka dipelo, mme ka tjesehelo e kgolo re lakatsa ho le bona. Ke ka lebaka leo re neng re rata ho le etela. Ka makgetlo, nna Paulosi ka sebele, ke ile ka leka ho tla, empa Satane a re thibela. Ana ha re ema kapele ho Morena wa rona Jesu, mohla a tlang, tshepo ya rona, thabo ya rona, moqhaka oo re leng motlotlo ka wona, e tla ba ofe, haese lona? Ruri ke lona boithoriso ba rona le thabo ya rona. Jwale ha re se re sitwa ho iphapanya, re ile ra ikhethela ho sala re le bang Athene. Ra roma Timothea ngwanabo rona, ya sebetsang le Modimo ho phatlalatsa molaetsa o molemo wa Kreste, ho tla le matlafatsa le ho le kgothatsa tumelong ya lona. Ra etsa jwalo hore ho se be le ya mong wa lona ya ka sisinngwang ke matshwenyeho ana, hobane le a tseba hore matshwenyeho ana ke kabelo ya rona. Ha re sa ntsane re ena le lona, re ile ra le bolella e sa le pele hore eka kgona re be le matshwenyeho. Hona ho ile ha fela ha etsahala, jwalokaha le lona le tseba. Ka lebaka lena, e ile yare ha ke se ke sitwa ho iphapanya, ka roma Timothea ho lona ho ya batlisisa tsa tumelo ya lona; e se be mohlomong Moleki o le lekile, mme mosebetsi wa rona o fetohile lefeela. Hona jwale Timothea o kgutletse ho rona a etswa ho lona, mme o re tliseditse ditaba tse monate tsa tumelo le lerato la lona. O re kamehla le ntse le re hopola ka thabo, mme le hlolohetswe ho re bona, jwalokaha le rona re hlolohetswe ho le bona. Ka baka leo, bana beso, ditsietsing le matshwenyehong a rona re tshedisehile ke tumelo ya lona, hobane kaha le tiiseditse ho Morena, re a phela. Jwale Modimo re ka mo leboha jwang ka baka la lona, le ka baka la thabo eo le re thabisitseng ka yona pela Modimo wa rona? Bosiu le motsheare re rapela re tiile hore re tle re le bone, mme re tlatsetse moo tumelo ya lona e haellang teng. Jwale Modimo, yena eo e leng Ntata rona, le Morena wa rona Jesu, a ke a re lokisetse tsela ya ho tla ho lona. Morena a ke a eketse, mme a totise lerato la lona, hore le ratane, mme le rate batho bohle, jwalokaha le rona re le rata. Ka mokgwa ona a ke a matlafatse dipelo tsa lona, e tle ere mohla Morena wa rona Jesu a tlang le bahalaledi ba hae bohle, le halalele, le se ke la nyatseha mahlong a Modimo, Ntata rona. Jwale he, bana beso, le utlwile ka rona mokgwa oo le tshwanetseng ho phela le ho kgahlisa Modimo ka wona. Ka Morena Jesu, re a le kopa, mme re a le rapela hore le phele jwalo, le nne le atlehe le ho feta. Le tseba hore na re le file ditaelo dife lebitsong la Morena Jesu. Thato ya Modimo ke hore le halalele, le pheme bohlola, e mong le e mong wa lona a ithute ho inkela mosadi eo a tla phela le yena ka mokgwa o halalelang, o hlomphehang. A se ke a nkuwa ke ditakatso tsa bokgopo, jwaloka bahedene ba sa tsebeng Modimo. Tabeng ena, ho se be ya senyetsang ngwanabo, mme a mo jella ditokelo tsa hae, hobane jwalokaha re se re boletse pele, ra ba ra tiisa, Morena ke yena ya ahlolang tsohle tse jwalo. Modimo ha a a ka a re bitsetsa mekgweng e ditshila, empa o re bitseditse kgalalelong. Ka baka leo, ya hanang ditaelo tsena ha a hane motho, empa o hana Modimo, yena ya le neang Moya wa hae o Halalelang. Ha e le ka lerato la boena, ha le hloke hore le ngollwe ka lona, hobane ka bolona le rutilwe ke Modimo ho ratana; etswe le etsa jwalo ho bana babo lona kaofela ba hohle Masedonia. Feela re a le rapela, bana beso: Atlehang le ho feta. Ikitlaeletseng ho phela ka kgotso, ho hlokomela ditaba tsa lona le ho sebetsa ka matsoho a lona, jwalokaha re le laetse. Ka tsela ena bophelo ba lona e be bo tshwanelehang mahlong a ba kantle, mme le se ke la hloka letho ho motho. Bana beso, re rata ha le tseba tsa ba ithobaletseng, hore le tle le se ke la lla jwaloka ba bang, ba se nang tshepo. Haeba re dumela hore Jesu o ile a shwa, a ba a tsoha bafung, le ba ithobaletseng ho Jesu, Modimo o tla ba tsosa bafung jwaloka Jesu. Sena re le bolella sona e le thuto ya Morena: Rona ba tla beng ba ntse ba phela mohla Morena a tlang, ha re na ho etella pele ba ithobaletseng. Mohla ho hlahang taelo, ka lentswe la lengeloileholo, ka terompeta ya Modimo, Morena ka sebele o tla theoha lehodimong, mme ba shwetseng ho Kreste ba tla tsoha pele. Jwale rona ba tla beng ba ntse ba phela re tla nkelwa marung hammoho le bona, ho ya kgahlanyetsa Morena sebakeng, mme ka mokgwa o jwalo re tla ba le Morena kamehla. Ka hona tshedisanang ka thuto eo. Bana beso, ha e le dinako le metsotso ha le hloke hore le ngollwe ka tsona. Le lona le tseba hantle hore Letsatsi la Morena le tla tla jwaloka leshodu le tlang bosiu. Mohla batho ba reng: “Ke kgotso, ha ho kotsi,” ke mohla timelo e tla ba tsometsa jwalokaha bohloko ba pelehi bo tsometsa moimana, mme ba ke ke ba phonyoha. Empa lona, bana beso, ha le lefifing, hoo Letsatsi leo le ka le tsometsang jwaloka leshodu. Lona bohle, le leng bana ba lesedi, le rata motsheare. Ha re ba bosiu, ha re rate lefifi. Ha ho le jwalo, re se ke ra robala jwaloka ba bang bohle, re mpe re fadimehe, mme re be le boitshwaro. Ba robalang ba robala bosiu, le ba tahwang ba tahwa bosiu. Ha e le rona ba ratang motsheare, a re beng le boitshwaro, re apare tshireletso ya sefuba, e leng tumelo le lerato, re rwale katiba ya tshepe ya pholoho. Modimo ha a a re bopela ho re halefela, empa o re bopetse ho rua pholoho ka Morena Jesu Kreste, ya re shwetseng, e le hore, leha re fadimehile kapa re robetse, re tle re phele mmoho le yena. Ka baka leo, le ke le tshedisane, mme le matlafatsane, jwalokaha le fela le etsa. Bana beso, re a le kopa: Hlomphang ba sebetsang ka thata hara lona ho le disa le ho le eletsa lebitsong la Morena. Ka baka la mosebetsi wa bona, le ba hlomphe haholo, le ba rate. Phedisanang ka kgotso. Bana beso, re a le rapela hore le kgalemele dikgoba, le kgothatse ba nyahameng dipelo, le thuse ba fokolang, le mamelle bohle. Hlokomelang hore ho se be ya busetsang bobe ka bobe, mme kamehla le pheelle ho etsetsana tse molemo, le ho di etsetsa bohle. Thabang kamehla, se phetseng ho rapela, lebohang dinthong tsohle, hobane tsena ke tsona tseo Modimo a ratang hore le di etse ka Kreste Jesu. Se sitiseng Moya o Halalelang, se nyediseng dineo tsa boporofeta. Hlahlobang tsohle, le boloke tse ntle, mme le sesefe bobe ba mofuta ofe kapa ofe. E ka Modimo ya fanang ka kgotso, yena ka sebele a ka le halaletsa ka ho tlala, e le hore ka mokgwa o phethehileng le bolokehe moyeng, pelong le mmeleng, le tle le se ke la nyatseha mohla Morena wa rona Jesu Kreste a tlang. Ya le bitsang o a tshepahala, mme hona o tla ho etsa. Bana beso, re rapelleng le rona. Dumedisang bana babo rona bohle ka kako e halalelang. Ka Morena, ke ipiletsa ho lona, ke re: Lengolo lena le ballwe bana babo rona bohle. Mohau wa Morena wa rona Jesu Kreste o ke o be le lona. Nna Paulosi, le Silefanose, le Timothea, re dumedisa kereke ya Bathesalonika, eo e leng ya Modimo Ntata rona le ya Morena Jesu Kreste, re re: Mohau le kgotso ya Modimo Ntate le ya Morena Jesu Kreste di ke di be le lona. Bana beso, re tshwanetse ho leboha Modimo kamehla ka baka la lona, jwalokaha ho lokela, hobane tumelo ya lona e hola ka matla, le lerato leo le ratanang ka lona le eketseha ho e mong le e mong wa lona. Ke kahoo re ithorisang ka lona dikerekeng tsa Modimo, ka baka la tiisetso le tumelo ya lona hara ditlhoriso tsohle tsa lona, le matshwenyeho ao le a mamellang. Tsena ke bopaki ba kahlolo e lokileng ya Modimo, e le hore le tle le be ba lokelang Mmuso wa Modimo, oo le hlokofatswang ka baka la wona. Ke ntho e nepahetseng hore Modimo a le pheteletse ka ho hlokofatsa ba le hlokofatsang. Lona ba hlokofatswang o tla le imolla hammoho le rona, mohla Morena Jesu a bonahatswang, a etswa lehodimong le mangeloi a hae a matla, a le hara malakabe a mollo, ho ahlola ba sa tsebeng Modimo le ba sa mameleng molaetsa o molemo wa Morena wa rona Jesu. Ba tla ahlolelwa timelo e sa feleng, ba be holehole le sefahleho sa Morena le kganya ya botlotlehi ba hae, ka Letsatsi leo a tla tla ka lona ho tlotliswa ke bahalaledi ba hae, le ho babatswa ke bohle ba dumetseng. Le lona le tla ba hara bona hobane le dumetse bopaki ba rona. Ke ka baka leo re le rapellang kamehla, hore Modimo wa rona a le fumane le le ba lokelang pitso ya hae, mme ka matla a hae a phethahatse merero yohle ya lona e lokileng le mesebetsi ya tumelo. Ka tsela ena le tla tlotlisa Morena wa rona Jesu, le yena a le tlotlise ka mohau wa Modimo wa rona le wa Morena Jesu Kreste. Ha e le tabeng ya ho tla ha Morena wa rona Jesu Kreste, le ya ho ba mmoho le yena, re a le kopa, bana beso: Le se phakise ho ferekana maikutlo kapa ho tshoswa ke boporofeta, kapa dipolelo, kapa lengolo leo ho ka thweng le tswa ho rona, le reng Letsatsi la ho tla ha Morena le fihlile. Ho se be ya le thetsang ka tsela efe kapa efe. Pele ho Letsatsi leo ho tla ba le bokwenehi, mme ho senolwe Ya Kgopo, ya tlamehileng ho timela. Yena o tla lwantsha, a iphahamisetse tsohle tse bitswang Modimo, tse kgumamelwang ke batho, hoo yena a tlang ho itulela ka Tempeleng ya Modimo, a iketse Modimo. Na le sa hopola hore tseo tsohle ke ile ka le bolella tsona ke sa na le lona? Jwale le tseba se thibetseng hore a senolehe nako ya hae e eso fihle. Bokgopo bo se bo ntse bo sebetsa ka sephiri; se setseng feela ke hore ya mo thibetseng a tloswe tseleng, hore Ya Kgopo a tle a senolehe. Jwale Morena Jesu o tla mo fedisa ka ho mo budula ka molomo feela, mme a mo timetse ka kganya eo a tla tla ka yona. Ya Kgopo o tla tla ka mesebetsi ya Satane, mme o tla etsa diketso tse matla, le mehlolo le dimakatso tse thetsang. O tla sebedisa mefuta yohle ya dithetso tsa bokgopo ho ba yang timelong, kahobane ha ba a ka ba dumela ho rata nnete e neng e tla ba pholosa. Ka baka leo, Modimo o tla ba romela moya wa bokgelohi, ba tle ba kgolwe leshano, e le hore bohle ba sa kang ba dumela nnete, ba mpa ba kgahlwa ke bokgopo, ba tle ba ahlolwe. Ha e le rona, re tshwanetse ho leboha Modimo kamehla ka baka la lona, bana babo rona ba ratwang ke Morena. Modimo o le kgethile le le ba pele ba tla pholoswa ka matla a Moya o le halaletsang, le ka tumelo ya lona nneteng. Modimo o le bitseditse hona ka molaetsa wa rona o molemo, hore le tle le fumane tlotla ya Morena wa rona Jesu Kreste. Kahoo, bana beso, emang le tiile, le kgomarele meetlo eo re le rutileng yona ka molomo kapa ka lengolo. Morena wa rona Jesu Kreste ka sebele, le Modimo Ntata rona ya re ratileng, eo mohaung wa hae a re fileng tshediso e sa feleng le tshepo e tiileng, a ke a tshedise dipelo tsa lona, mme a le matlafatse dinthong tsohle tse lokileng tseo le ka di etsang kapa la di bolela. Bana beso, re qetella ka ho re le re rapelle, e le hore lentswe la Morena le nne le anafale, le tlotliswe, jwalokaha le se le tlotlisitswe ho lona. Re rapelleng hore re tle re namolelwe bathong ba sa lokang, ba kgopo, hobane hase bohle ba nang le tumelo. Empa Morena o a tshepahala, o tla le matlafatsa, a le sireletse ho E Mobe. Morena o re fa tshepo ya hore le ntse le etsa, mme le tla nne le etse seo re le laelang sona. Morena a ke a sokollele dipelo tsa lona leratong la Modimo le tiisetsong e kang ya Kreste. Bana beso, ka lebitso la Morena wa rona Jesu Kreste re le laela hore le kgaohane le bana babo lona bohle ba phelang e le dikgoba, e seng ka meetlo eo re le neeleditseng yona. Lona le tseba kamoo le tlamehang ho re etsisa kateng. Ha re a ka ra ba dikgoba ha re ne re ena le lona, leha e le ho ja dijo tsa motho re sa lefe letho. Empa re ile ra sebetsa ka thata, ra fufulelwa motsheare le bosiu, e le hore re se ke ra kgoka le ya mong wa lona. Hase hore re ne re se na tokelo ya ho etsa jwalo, empa e ne e le hore re le etsetse mohlala, le tle le re etsise. Ha re ne re sa na le lona, re nnile ra le laela hore haeba e mong a sa rate ho sebetsa, le ho ja a se ke a ja. Jwale re utlwa hore ba bang ba teng hara lona ba phelang e le dikgoba, ba sa sebetseng letho, ba itshunyakang hohle tabeng tsa ba bang. Ka Morena wa rona Jesu Kreste, ba jwalo re a ba laela, mme re ba kgothaletsa hore ba sebetse ka kgotso, ba sebeletse tseo ba ka di jang. Ha e le lona, bana beso, le se kgathale ho etsa hantle. Haeba e mong a sa mamele seo re se bolelang lengolong lena, mo hlokomeleng, mme le se ikamahanye le yena, a tle a hlajwe ke dihlong. Feela le se mo nke e le sera, empa le mo kgalemele e le ngwanabo lona. Morena wa kgotso ka sebele a ke a le fe kgotso kamehla le ka mekgwa yohle. Morena a ke a be le lona bohle. Tumediso ena e ngotswe ka letsoho la ka, nna Paulosi. Mangolong wohle a ka ke ngola tjena; ona ke mongolo wa ka. Mohau wa Morena wa rona Jesu Kreste o ke o be le lona bohle. Nna Paulosi, maopostola wa Kreste Jesu, ka taelo ya Modimo, Mopholosi wa rona, le ya Jesu Kreste, tshepo ya rona, ke dumedisa Timothea, ngwanaka wa sebele tumelong, ke re: Mohau, lereko le kgotso ya Modimo Ntate le ya Kreste Jesu, Morena wa rona, di ke di be le wena. Jwalokaha ke se ke ile ka u kgothaletsa ha ke eya Masedonia, o nne o dule Efese, o tle o laele ba bang hore ba se ke ba ruta thuto esele. Ba se ke ba natsa ditshomo le ditaba tse sa feleng tsa meloko ya baholoholo. Tse jwalo ke tse bakang dikgang, hase tse phethahatsang morero wa Modimo o tsejwang ka tumelo. Sepheo sa taelo ena ke ho ba isa leratong le tswang pelong e hlwekileng, le letswalong le kgutsitseng, le tumelong e se nang boikaketsi. Ka ho fapoha tsena, ba bang ba kgelohetse dipolelong tsa bosawana. Ba batla ho ba baruti ba Molao, empa ba hloka kutlwisiso ya tseo ba di bolelang, leha e le ya tseo ba di buang ba sa thekesele. Re a tseba hore molao o lokile, haeba motho a o sebedisa ka nepo. Feela ho ke ho tsejwe hore molao ha o a etsetswa ba lokileng, empa o etseditswe ba sa lokang le ditlokotsebe, ba kgopo le baetsadibe, ba sa halaleleng le ba sebeletsang lefatshe, ba bolayang bo-ntata bona le bo-mma bona, ba bolayang batho, dihlola, ba janang maotwana, ba rekisang makgoba, ba leshano, ba ikanang ka leshano, le bohle ba etsang eng kapa eng e fapaneng le thuto ya nnete. Thuto ena ke e dumellanang le molaetsa o molemo oo ke o tshepetsweng, o tswang ho Modimo ya tlotlehang, ya lehlohonolo. Ke leboha ya mmatlafaditseng, e leng Kreste Jesu Morena wa rona, hobane o nkukile ke le ya tshepahalang, a ba a nkgethela ho ba mosebeletsi wa hae, leha pele ke ne ke le monyefodi, le mohlorisi, le moikakasi. Empa ke ile ka hauhelwa, kaha tsena ke di entse ke sa tsebe, ke eso be le tumelo. Morena wa rona a ntshitsa ka mohau o mongata wa hae, le ka tumelo le lerato leo re nang le lona ho Kreste Jesu. Ke lentswe la nnete, le lokelang ho amohelwa ke bohle ka ho tlala, le reng Kreste Jesu o tlile lefatsheng ho pholosa baetsadibe, bao nna ke leng e mobehadi hara bona. Empa ha e le mona ke hauhetswe, e ne e le hore Kreste Jesu a bonahatse ka nna mamello e tletseng ya hae, ke tle ke be mohlala ho bohle ba tlang ho dumela ho yena, e le hore ba fumane bophelo bo sa feleng. Ho Kgosi ya mehla yohle, ho Modimo ya sa shweng, ya sa bonweng, ya inotshi, e be hlompho le tlotla kamehla le mehla. A ho be jwalo! Timothea, ngwanaka, ke ena taelo eo ke o fang yona, ho ya ka dipolelo tsa boporofeta bo boletsweng ka wena. Ka tsona lwanela Modimo senna, o be le tumelo le letswalo le kgutsitseng. Ba bang ha ba a ka ba mamela matswalo a bona, mme ba ile ba senyehelwa ke tumelo ya bona. Hara bona ho na le Hemenaiose le Alekesandere, bao ke ba neetseng Satane, ba tle ba ithute ho se nyefole. Pele ho tsohle, ke kgothaletsa hore dikopo, dithapelo, dithapello le diteboho di etsetswe batho bohle, le dikgosi le bohle ba hlomphehang, e le hore re tle re phele bophelo ba boiketlo le ba kgotso ka borapedi le ka boitlhompho. Hona ho hotle, mme ho kgahlisa Modimo, Mopholosi wa rona, ya ratang hore batho bohle ba pholohe, mme ba tsebe nnete. Modimo o mong, le mmoelanyi pakeng tsa Modimo le batho o mong, e leng Kreste Jesu eo e leng motho, ya ikentseng tefello ya bohle. Bopaki ba hona bo ile ba bonahala ka nako ya teng. Ke ka baka lena ke kgethetsweng ho ba sebohodi le moapostola, le moruti wa baditjhaba ya rutang tumelo le nnete; ke bua nnete, e seng leshano. Ke lakatsa hore dibakeng tsohle banna ba rapele, ba phahamise matsoho a se nang molato, ho se kgalefo kapa ngangisano. Ka mokgwa o jwalo, diaparo tsa basadi e be tse lokelang. Ba ikgabise ka tshwanelo le ka boitlhompho, e seng ka ho fora moriri, kapa ka mekgabiso ya kgauta, kapa ka mabenyane a bohlokwa, kapa ka diaparo tse theko e boima. Ba ikgabise ka diketso tse lokileng, tse tshwanelang basadi ba ipolelang hore ba hlompha Modimo. Mosadi a mamele thuto a kgutsitse, ka boikokobetso bohle. Ha ke dumelle mosadi ho ruta kapa ho laola monna, empa o lokela ho kgutsa, hobane Adama o ile o boptjwa pele, ya nto ba Eva. Hase Adama ya ileng a thetswa, ke mosadi ya ileng a thetswa, mme a tlola molao. Empa basadi ba tla pholoswa ka ho beleha bana, ha feela ba tiisetsa tumelong, le leratong, le kgalalelong, mme ba itlhompha. Lentswe lena ke la nnete: Ha motho a lakatsa bookamedi ba kereke, o lakatsa mosebetsi o motle. Mookamedi wa kereke eka kgona a hloke kodi; e be monna ya nang le mosadi a le mong, a be le boitshwaro dinong, a be sedi, a be le seriti, a thabele baeti, mme a tsebe ho ruta. E se ke ya eba letahwa kapa ya leqhoko, empa e be motho ya bonolo, ya sa rateng ntwa, le ya sa rateng tjhelete. A tsebe ho busa lelapa la hae hantle, mme a etse hore bana ba hae ba mo mamele ka hlompho yohle. Haeba motho a sa tsebe ho busa lelapa la hae, a ka tseba jwang ho hlokomela kereke ya Modimo? E se be motho ya sa tswa sokoloha, esere a ikgohomosa, mme a welwa ke kahlolo jwaloka Diabolosi. Eka kgona a buuwe hantle ke ba kantle ho kereke, esere a wela ho tse mo tlontlollang, le lerabeng la Diabolosi. Ka mokgwa o jwalo, eka kgona basebeletsi ba kereke ba be le boitlhompho, e se be bo-temepedi, ba se hlanyetse dino, kapa ba ithuisa ka mano. Ba boloke sephiri sa tumelo ka letswalo le kgutsitseng. Ba hlahlojwe pele, mme ha ba sa nyatsehe, ba sebeletse kereke. Basadi le bona ba be le boitlhompho, ba se bue batho hampe, ba be le boitshwaro dinong, mme ba tshepahale dinthong tsohle. Mosebeletsi wa kereke e be monna ya nang le mosadi a le mong, mme a tsebe ho busa bana le lelapa la hae hantle. Ba sebeleditseng kereke hantle ba tla iphumanela ditulo tse hlomphehang, mme ba bolele tsa tumelo ho Jesu Kreste ka sebete. Ke o ngolla tsena ke ntse ke tshepile ho tla ho wena haufi. Empa haeba nka dieha, o se o ntse o tseba kamoo o tshwanetseng ho itshwara kateng ka tlung ya Modimo, e leng kereke ya Modimo ya phelang, tshiya le motheo wa nnete. Ha ho pelaelo, sephiri sa tumelo ya rona se seholo: “Kreste o ile a hlaha e le motho, a pakwa ke Moya hore o lokile, mme a bonwa ke mangeloi. A phatlalatswa hara baditjhaba, a dumelwa ke lefatshe lohle, mme a nkelwa tlotleng.” Moya o bolela ka ho totobala hore mehleng ya morao ba bang ba tla kwenehela tumelo, ba kgomarele meya e kgelosang, le dithuto tsa bademona, ka baka la boikaketsi ba batho ba buang leshano, bao matswalo a bona a nang le letshwao la dibe tsa bona. Ba tla thibela batho ho nyalana, ba re ho ilwe dijo tse itseng, athe Modimo o di etseditse hore di jewe ka teboho ke ba dumelang, ba tsebang nnete ka ho tlala. Tsohle tseo Modimo a di hlodileng di ntle, mme ha ho letho la tsona le tshwanetseng ho lahlwa, empa eka kgona tsohle di amohelwe ka teboho, hobane di halaletswa ka lentswe la Modimo le ka thapelo. Ha o hlalosetsa bana babo rona tsena, o tla ba mosebeletsi wa sebele wa Kreste Jesu, ya otlwang ka dipolelo tsa tumelo le tsa thuto e ntle eo o e latetseng ka hloko. Hana ditshomo tse se nang hlompho, tse loketseng ditsohatsana. Ikwetlisetse borapedi. Kwetliso ya mmele ha e na thuso e kgolo, athe borapedi bo na le thuso dinthong tsohle, bo re tshepisa bophelo ba hona jwale, esita le ba nako e tlang. Ke lentswe la nnete, le lokelang ho amohelwa ke bohle ka ho tlala. Ha e le mona re sebetsa ka thata, re bile re lwana, ke hobane re tshepile Modimo ya phelang, eo e leng Mopholosi wa batho bohle, haholoholo ba dumelang. O ba laele, mme o ba rute tsena. Ho se be ya o nyedisang ka baka la botjha ba hao, o mpe o iketse mohlala ho badumedi ka dipolelo, ka metsamao, ka lerato, ka tumelo le ka bohlweki. Ho fihlela ke etla, o nne o bale Mangolo a halalelang, o kgothatse, o rute. O se ke wa lebala ho sebedisa neo ya moya, eo o e filweng ka boporofeta, mohla lekgotlana la baholo le neng le o bea matsoho. Thahasella dintho tsena, ikakgele ho tsona ka setotswana, hore katleho ya hao e tle e bonahale ho bohle. Itlhokomele, o hlokomele le thuto ya hao. Tiisetsa ho tsena, hobane ka ho etsa jwalo o tla ipholosa, o be o pholose le ba o mamelang. O se ke wa kgarumela motho e moholo ho wena, empa o ipiletse ho yena jwaloka hoja ke ntatao. Tadima ba batjha e le baena ba hao, basadi ba hodileng o ba tadime e le bo-mmao, basadi ba batjha e le dikgaitsedi tsa hao, ka bohlweki bohle. Hlompha bahlolohadi ba se nang le moneketsela. Empa ha mohlolohadi a ena le bana kapa ditloholo, e be bona ba qalang ho ithuta ho phetha ditshwanelo lapeng labo bona, le ho buseletsa batswadi dithuso tsa bona. Hona ho kgahlisa Modimo. Athe mohlolohadi ya se nang le moneketsela, ya setseng a nnotsi, o tshepile Modimo feela, o tiisetsa ho mo kopa le ho mo rapela bosiu le motsheare. Empa mohlolohadi ya iphelelang menyakeng, o shwele a ntse a tsamaya. Ba laele tsena, e le hore ba tle ba hloke kodi. Haeba motho a sa baballe ba habo, haholoholo ba phelang lapeng la hae, o lahlile tumelo, mme o mobe le ho feta eo e seng modumedi. Lenaneng la bahlolohadi ho se ngolwe ya katlasa dilemo tse mashome a tsheletseng, le hona e be ya ileng a nyalwa hanngwe feela. Hape e be ya pakwang ke mesebetsi ya hae e metle, e kang ho hodisa bana hantle, ho amohela baeti, ho hlatswa badumedi maoto, ho thusa ba tsietsing, esita le ho nna a etsa mesebetsi yohle e molemo. Bahlolohadi ba sa leng batjha bona o ba hane, hobane ha ditakatso tsa bona di ba furallisa Kreste, ba tla rata ho nyalwa hape. Ha ba ka etsa jwalo, ba tla lokelwa ke kahlolo, kaha ba lahlile boitlamo ba bona ba pele. Hape ba ka itlwaetsa ho se sebetse letho le ho tjhalaka le malapa; e seng feela ho se sebetse letho, empa ho shwahla le ho itshunyaka hohle ditabeng tsa ba bang, le ho bua tse sa lokelang. Ka hona nka rata ha bahlolohadi ba sa leng batjha, ba ka nyalwa hape, e le hore ba be le bana, ba tsamaise malapa a bona hantle, ba tle ba se ke ba fa mohanyetsi monyetla wa ho bua hampe. Bahlolohadi ba bang ba se ba ile ba lahleha ka ho sala Satane morao. Ha ho ena le modumedi wa mosadi ya amanang le bahlolohadi, a ba thuse, kereke e tle e se ke ya imetswa, mme e tsebe ho thusa bahlolohadi ba se nang le moneketsela. Baholo ba busang kereke hantle ba lokela ho fuwa moputso wa hlompho e kgolo, haholoholo ba sebetsang ka thata ho phatlalatsa lentswe le ho ruta. Mangolo a re: “E polang ha e tlangwe molomo.” Hape a re: “Ya sebetsang o lokelwa ke moputso wa hae.” Se amohele qoso e qosang moholo, haese ka bopaki ba batho ba babedi kapa ba bararo. Ba entseng sebe o ba kgalemele mahlong a bohle, e le hore ba bang bohle ba tle ba tshabe. Ka Modimo, le ka Kreste Jesu, le ka mangeloi a kgethilweng, ke ipiletsa ho wena, ke re: Tsena o di boloke o se na leeme, o sa ye ka tshobotsi. O se ke wa potlakela ho bea mang kapa mang matsoho; o se ke wa ba le kabelo dibeng tsa ba bang, mme o ipoloke o hlwekile. Kgaotsa ho nwa metsi feela, o mpe o nwe le veinenyana ka baka la mala a hao, le ka baka la ho kula hangata. Dibe tsa batho ba bang di pepeneneng, di ba etella pele ho ya kahlolong; athe tsa ba bang di hlahela hamorao. Ka mokgwa o jwalo le mesebetsi e metle e pepeneneng; athe le e seng jwalo e ke ke ya nna ya pateha. Bohle ba leng tlasa joko ya bokgoba ba ke ba nke beng ba bona e le ba lokelwang ke hlompho yohle, esere lebitso la Modimo le thuto ya hae tsa nyefolwa. Makgoba ao beng ba wona e leng badumedi a se ke a ba nyedisa, hobane e le bana babo wona; a mpe a ba sebeletse hantle le ho feta, hobane ba fumanang molemo wa tshebeletso ya wona ke ba dumelang, bao a ba ratang. O rute, mme o kgothaletse tsena. Haeba e mong a ruta disele, a sa dumellane le dipolelo tsa nnete tsa Morena wa rona Jesu Kreste, le thuto ya bodumedi, ke moikakasi ya hlokang tsebo, ya mpang a tjhesehela ho phea kgang le ho ngangisana ka mantswe, mme hona ho tswala mona, diphapang, dinyefolo, dipelaellano tse mpe, diqabang tse sa feleng tsa batho ba senyehileng dikelello, ba hlokang nnete, ba lekanyang hore borapedi ke mokgwa wa ho ithuisa. E, borapedi ke leruo le leholo ho ya kgotsofaletseng seo a nang le sona. Ha re a ka ra tla le letho lefatsheng, ka mokgwa o jwalo ha re ka ke ra nka letho ho lona ha re tloha. Ha re ena le dijo le diaparo, re di kgotsofalle. Ha e le ba ikemiseditseng ho rua, ba wela lerabeng la moleko, le ditakatsong tse ngata tsa bothoto, tse kotsi, tse tetebeletsang batho tshenyehong le timelong. Mohlodi wa bokgopo bohle ke ho rata tjhelete; ka ho e tjhatjhehela, ba bang ba kgelohile tumelo, ba ikapesa ka maswabi a mangata. Wena motho wa Modimo, baleha tsena, o habe ho loka, borapedi, tumelo, lerato, tiisetso, mosa. Lwana ntwa e ntle ya tumelo; ikgapele bophelo bo sa feleng, boo o bo bitseditsweng, jwalokaha o entse boipolelo bo botle pela dipaki tse ngata. Mahlong a Modimo, yena ya phedisang tsohle, le mahlong a Kreste Jesu, ya ileng a etsa bopaki ba nnete kapele ho Pontiuse Pilato, ke o laela hore o boloke molao o se na letheba leha e le kodi, ho fihlela Morena wa rona Jesu Kreste a iponahatsa. Ka nako ya teng o tla bonahatswa ke ya lehlohonolo, ya matla a inotshi, Kgosi ya dikgosi, le Morena wa Marena, yena a inotshi ya sa shweng, ya ahileng leseding le ke keng la atamelwa, eo ho seng motho ya kileng a mmona, kapa ya ka mmonang. Hlompho le matla a sa feleng e ke e be tsa hae. A ho be jwalo! Laela barui ba tsa lefatshe lena hore ba se ke ba ikgohomosa, ba tshepa maruo a felang, ba mpe ba tshepe Modimo ya re fang tsohle ka bongata hore re di thabele. Ba etse tse lokileng, ba rue mesebetsi e metle, ba fane ka matsoho a mabedi, ba arolelane le ba bang. Kahoo ba tla ipokellela letlotlo le letle la kamoso, ba tle ba fumane bophelo ba nnete. Timothea, ako boloke se beilweng paballong ya hao. O qobe dipuo tse sa hlompheng, tsa lefeela, le dikganyetsano tsa hoo ho thweng ke bohlalefi. Ba bang ba reng ba na le bona ba kgelohile tumelo. Mohau o ke o be le lona. Nna Paulosi, maopostola wa Kreste Jesu ka thato ya Modimo, ho ya ka tshepiso ya bophelo bo ho Kreste Jesu, ke dumedisa Timothea ngwanaka ya ratehang, ke re: Mohau, lereko le kgotso ya Modimo Ntate le ya Kreste Jesu, Morena wa rona, di ke di be le wena. Ke leboha Modimo, eo ke mo sebeletsang ka letswalo le kgutsitseng jwaloka bo-ntata rona moholo. Kamehla, bosiu le motsheare, ha ke phetse ho o hopola dithapelong tsa ka. Ke hopola meokgo ya hao, mme ke hlolohetswe ho o bona, e le hore ke tle ke be le thabo a kgaphatsehang. Ha ke lebale tumelo ya hao e se nang boikaketsi, e leng tumelo eo nkgonwao Loise le mmao Eunike ba neng ba ena le yona, mme ke kgodisehile hore le wena o na le yona. Ka hona ke o hopotsa hore o tsosolose neo ya Modimo, eo o e amohetseng ka hore ke o bee matsoho. Modimo ha a a ka a re nea moya wa bokwala, empa o re neile moya wa matla, wa lerato le wa boitshwaro. Ka hona se be dihlong ho paka Morena wa rona, kapa nna ke leng motshwaruwa ka baka la hae. Empa o mamelle le nna mahloko a bakwang ke molaetsa o molemo, ka matla a Modimo, ya re pholositseng, mme ya re bitseditseng hore re halalele, e seng ka baka la mesebetsi ya rona, empa e le ka baka la morero wa hae le mohau wa hae. O re file mohau ona ka Kreste Jesu, mehla e eso be teng. Empa kajeno re o senoletswe ka ho iponahatsa ha Mopholosi wa rona, Kreste Jesu, ya fedisitseng matla a lefu, a senola bophelo le ho se shwe ka molaetsa o molemo. Modimo o nkgethetse ho ba sebohodi, le moapostola, le moruti wa molaetsa o molemo oo. Ke ka lebaka lena ke utlwang bohloko bona, empa ha ke dihlong. Ke tseba eo ke mo tshepileng, mme ke kgodisehile hore o na le matla a ho boloka se beilweng paballong ya ka, ho fihlela Letsatsi lela le fihla. Tiisetsa thutong ya nnete eo o e utlwileng ho nna, e le mohlala oo o tshwanetseng ho o latela tumelong le leratong leo re nang le lona ka Kreste Jesu. Boloka tse molemo tse beilweng paballong ya hao ke Moya o Halalelang, o phelang ka ho rona. O a tseba hore bohle naheng ya Asia, esita le Fugelose le Heremogenese, ba ile ba nkwenehela. Morena a ke a sitse ba lelapa la Onesiforose ka mohau wa hae, hobane ka makgetlo o ile a nkgatholla, mme ha a a ka a hlajwa ke dihlong ka baka la ho ba ditlamong ha ka. Empa hang hoba a fihle Roma, a mpatla ka mafolofolo ho fihlela a mphumana. Morena a ke a mo fumantshe lereko ho Morena mohla Letsatsi lela. O tseba ho feta bohle kamoo a nthusitseng kateng ka tse ngata ha ke ne ke le Efese. Jwale wena ngwanaka, o matlafale ka mohau wa Kreste Jesu. Tseo o di utlwileng ho nna pela dipaki tse ngata, o di bee matsohong a batho ba tshepahalang, ba ka tsebang ho di ruta ba bang. O mamelle mahloko le nna jwaloka mohlabani wa sebele wa Kreste Jesu. Ha ho ya hlabanang ya ka itshitisang ka ditaba tsa bophelo bona, haeba a rata ho kgahlisa molaodi ya mo thotseng. Ya kenelang phehisano ya dipapadi le yena a ke ke a fumana moqhaka wa tlholo, haeba a sa bapale ho ya ka melao ya teng. Sehwai ke sona se lokelang ho shwama pele. Nahana ka seo ke se bolelang, mme Morena o tla o fa kutlwisiso ya tsena tsohle. Hopola Jesu Kreste, setloholo sa Davida, ya tsohileng bafung, ho ya ka molaetsa o molemo wa ka oo ke hlokofatswang ka baka la wona, ke bileng ke leng ditlamong jwaloka sesenyi. Empa lentswe la Modimo lona ha le a tlangwa. Kahoo ke mamella tseo tsohle ka baka la bakgethwa, hore le bona ba tle ba fumane pholoho mmoho le tlotla e sa feleng ka Kreste Jesu. Lentswe lena ke la nnete, le reng: “Haeba re shwele le yena, re tla phela le yena; haeba re mamella, re tla busa le yena; haeba re mo latola, le yena o tla re latola; haeba re sa tshepahale, yena o tla nne a tshepahale hobane ha a ka ke a fetoha.” O nne o ba hopotse tsena, mme pela Modimo o ipiletse ho bona hore ba se ke ba ngangisana ka mantswe, e leng ho sa thuseng letho, haese ho timetsa ba mametseng. Etsa ka matla ho ba ya amohelehang ho Modimo, mosebeletsi ya ke keng a hlajwa ke dihlong, ya rutang lentswe la nnete ka ho otloloha. Sesefa dipolelo tse sa hlompheng, tsa lefeela, hobane di kgelosa batho bodumeding le ho feta. Dipolelo tsa bona di tla keka jwaloka mofetshe. Hara bona ho na le Hemenaiose le Filetose, ba kgelohileng nnete, ba ferekanyang tumelo ya ba bang, ka ho re tsoho ya bafu e se e ile ya eba teng. Leha ho le jwalo, motheo o tiileng, oo Modimo a o entseng, o ntse o tsitsitse, o ngotswe mantswe ana: “Morena o tseba bao e leng ba hae,” le ana: “Bohle ba rapelang Morena ba hlobohe bokgopo.” Ka tlung e kgolo ha ho fumanwe dipitsa tsa kgauta le tsa silefera feela, empa le tsona tsa lehong le tsa letsopa; tse ding ke tsa mesebetsi e kgethehileng, tse ding ke tsa mesebetsi ya kamehla. Ekare ha motho a itlhwekisa ho tsena, e tla ba pitsa ya mesebetsi e kgethehileng, e halaleditsweng, e nang le thuso ho monga yona, e lokiseditsweng mesebetsi yohle e molemo. Phema ditakatso tsa botjha, o habe ho loka, tumelo, lerato le kgotso, mmoho le bohle ba rapelang Morena ka dipelo tse hlwekileng. Hana dikgang tsa bothoto, tse se nang kelello, etswe o tseba hore di tswala dintwa. Mohlanka wa Morena ha a tshwanele ho lwana, empa eka kgona a be mosa ho bohle, a tsebe ho ruta, a be le mamello. A rute bahanyetsi ka bonolo. Mohlomong Modimo a ka ba fa hore ba bake, ba tsebe nnete, ba hlaphohelwe, mme ba phonyohe lerabeng la Diabolosi ya ba tshwasitseng hore ba etse thato ya hae. Tseba hona: Mehleng ya bofelo ho tla ba le dinako tsa bothata. Batho e tla ba baithati, ba ratang tjhelete, baithorisi, baikgantshi, banyefodi, ba sa utlweng batswadi, ba hlokang teboho, ba sa halaleleng. E tla ba batho ba se nang lerato, ba hanang ho boelanngwa le ba bang, ba buang batho hampe, ba hlokang boitshwaro, ba hlaha, ba hloileng tsohle tse lokileng, mahlabaphiyo, ba soro, baikgohomosi. Ba tla rata menate ya lefatshe, ho ena le Modimo; ba tla bonahala e ka ba na le bodumedi, athe ba lahlile matla a bodumedi. Ba jwalo o ba furalle. Ba bang ba bona ba kgukgunela malapa a batho, ba ikgapela basatsana ba sesang hara dibe, ba kgannwang ke ditakatso tsa mefutafuta, ba batlang ho ithuta kamehla, empa ba ke keng ba tseba nnete le kgale. Jwalokaha Jannese le Jamberese ba ile ba hanyetsa Moshe, le batho bao ba hanyetsa nnete. Ke bao dikelello tsa bona di sa sebetseng, bao tumelo ya bona e seng ya sebele. Empa ba ke ke ba atleha hoyahoile, hobane bothoto ba bona bo tla pepeseha ho bohle, jwaloka bothoto ba bao ba babedi. Ha e le wena, o ntatetse ka hloko thutong, metsamaong, mererong, tumelong, mamellong, leratong, tiisetsong, ditlhorisong le ditlhokofatsong tse ileng tsa ntlhahela Antiokia, Ikonione le Lesitera. Ditlhoriso tseo ke ileng ka di mamella ke tse kaakang! Empa Morena o ile a ntopolla ho tsona kaofela. Efela bohle ba ratang ho phela ho Kreste Jesu ka borapedi, ba tla hloriswa. Ha e le batho bao ba kgopo, ba mamenemene, bobe ba bona bo tla nne ba tote, ba thetse ba bang, le bona ba thetsehe. Empa wena, kgomarela tseo o di rutilweng ka mokgwa o kgodisang, o ntse o tseba hore na o di rutilwe ke mang. Ho tloha bonyenyaneng ba hao o tsebile Mangolo a Halalelang, a nang le matla a ho o hlalefisa, o tle o pholoswe ka ho dumela ho Kreste Jesu. Mangolo wohle a ngotswe ka tshusumetso ya Moya wa Modimo, mme a na le thuso ya ho ruta, ya ho nyatsa, ya ho busetsa batho tseleng ya ho loka le ho ba tsamaisa ho yona, hore motho wa Modimo a tle a phethehe, a kwetlisetswe mesebetsi yohle e lokileng. Pela Modimo le Kreste Jesu, yena ya tla ahlola ba phelang le ba shweleng, le ka baka la boiponahatso ba hae le ka Mmuso wa hae, ke ipiletsa ho wena, ke re: Phatlalatsa lentswe, o pheelle ho le bolela, ebang le a amohelwa kapa ha le amohelwe; nyatsa, kgalemela, kgothatsa, o ntse o ruta ka mamello yohle. Nako e a tla eo ka yona ba sa tlong ho mamella thuto ya nnete, empa ho ya ka ditakatso tsa bona ba tla ipokellela baruti ba bangata, ba tlang ho ba bolella tse natefelang ditsebe tsa bona. Ba tla ithiba ditsebe hore ba se ke ba mamela nnete, ba mamele ditshomo. Empa wena o itshware dinthong tsohle, u tiisetse matshwenyeho, o etse mosebetsi wa ho phatlalatsa molaetsa o molemo, o phethe tshebetso ya hao hantle. Ha e le nna ke se ke le lekgatheng la ho etswa sehlabelo, mme nako ya ho shwa ha ka e fihlile. Ke lwanetse tsa Modimo senna, ke qetile thota ya peiso, ke bolokile tumelo. Jwale ke se ke beetswe mofapahlooho wa ho loka, oo Morena, moahlodi ya lokileng, a tlang ho mputsa ka wona ka Letsatsi lela; e seng nna feela, empa le bohle ba lebeletseng boiponahatso ba hae. Potlakela ho tla ho nna kapele, hobane Demase o ntahlile ka ho rata lefatshe lena, mme o iketse Thesalonika; Keresekese o ile Galatia; Tite o ile Dalamatia. Ke Luka feela ya setseng le nna. Tloo le Mareka, hobane o nthusa haholo mosebetsing. Tikikose yena ke mo romile Efese. Ha o etla o ntlele le kobo eo ke e siileng Terowase, ha Karapose; le dibuka, haholoholo tsa matlalo. Aleksandere, eo e leng lelala la lethose, o nkentse hampe haholo. Morena o tla mo nea moputso o lokelang diketso tsa hae. Le wena o itlhokomele, hobane o ile a hanyetsa dipolelo tsa rona ka matla. Ha ke ne ke qala ho ikarabella kgotla, ha ho ya kileng a nkemela, empa bohle ba ile ba ntshabella. E se e ka ba ke ke ba ahlolelwa hoo. Empa Morena o ile a ba le nna, a mmatlafatsa, hore ke tle ke phatlalatse molaetsa o molemo ka ho tlala, baditjhaba bohle ba tle ba o utlwe. Ka lopollwa tleneng tsa tau. Morena o tla nne a ntopolle mesebetsing yohle e kgopo, a mpholose, a nkise Mmusong wa hae wa lehodimo. Tlotla e ke e be ho yena kamehla le mehla. A ho be jwalo! Dumedisa Priseka le Akulase, le ba lelapa la Onesiforose. Erasetuse o ile a sala Korinthe, athe Terofimose yena ke mo siile Mileta a kula. Potlakela ho tla e eso be mariha. Eubulose, le Pudese, le Lenose, le Tlelaudia le bana babo rona bohle ba a o dumedisa. Morena a ke a be le moya wa hao. Mohau o ke o be le lona. Nna Paulosi, mohlanka wa Modimo le moapostola wa Jesu Kreste, ke tshwanetse ho thusa bakgethwa ba Modimo ho dumela le ho tseba nnete e isang bodumeding, e re neang tshepo ya bophelo bo sa feleng. Modimo ya sa thetseng o re tshepisitse bophelo bona, mehla e eso be teng. Ka nako ya teng a senola molaetsa wa hae, oo ke tshepetsweng ho o phatlalatsa ka taelo ya Modimo, Mopholosi wa rona. Ke a o dumedisa Tite, ngwanaka wa sebele tumelong, eo rona le wena re nang le yona, ke re: Mohau le kgotso ya Modimo Ntate le ya Kreste Jesu, Mopholosi wa rona, di ke di be le wena. Ke o siile Kerete ho qetela ho hlophisa tse saletseng, le ho bea baholo motseng o mong le o mong, ho ya kamoo ke o laetseng kateng. E mong le e mong wa bona e be motho ya sa nyatseheng, monna ya nang le mosadi a le mong; bana ba hae e be badumedi, e se be batho ba hlaha, ba sa mameleng ho hang. Eka kgona mookamedi ya hlokometseng tsa Modimo a se ke a nyatseha. E se be motho ya ikgopolang, kapa sefelapelwana, kapa letahwa, kapa ya leqhoko, kapa ya ithuisang ka mano. Empa a thabele baeti, a rate tse lokileng, a be sedi, a loke, a halalele, mme a be le boitshwaro. A kgomarele molaetsa wa sebele, o dumellanang le tseo a di rutilweng. Ka hona a ka tseba ho kgothatsa ba bang ka thuto ya nnete, le ho nyatsa ba e hanyetsang. Ho na le ba bangata ba itaolang, ba thetsang ba bang ka dipuo tsa bosawana, haholoholo hara Bajuda ba sokolohileng. Eka kgona ba jwalo ba kgutsiswe, hobane ba qhala malapa ka ho ruta tse sa tshwanelang, hore ba ithuise ka mano. E mong wa bona, eo e leng moporofeta wa bona, o ile a re: “Bakerete ke mahata kamehla, ke dibatana tse kgopo, ke menyollo e botswa.” Bopaki boo ke ba nnete. Ka lebaka lena o ba kgalemele ka thata, e le hore ba tle ba be le tumelo ya nnete, mme ba se ke ba natsa ditshomo tsa Bajuda le ditaelo tsa batho ba furallang nnete. Ho ba hlwekileng tsohle di hlwekile, empa ho ba silafetseng le ho ba sa dumeleng ha ho letho le hlwekileng, hobane dikelello tsa bona le matswalo a bona a silefetse. Ba bolela hore ba tseba Modimo, empa diketso tsa bona di a latola. Ba a nyonyeha, ba hana ho mamela, ba sitwa ho etsa letho le lokileng. Ha e le wena, o bolele tse lokelang thuto ya nnete. Banna ba hodileng ba be le boitshwaro dinong, ba itlhomphe, ba be sedi. Ba be le tumelo, lerato le tiisetso ya nnete. Ka mokgwa o jwalo, basadi ba hodileng ba be le boitshwaro bo lokelang ba halalelang, ba se ke ba bua batho hampe, e se be makgoba a dino, empa ba rute tse lokileng. Ka hona ba tla kgothaletsa basadi ba batjha ho rata banna ba bona le bana ba bona, le ho ba le boitlhompho le bohlweki, le ho hlokomela malapa a bona, le ho ba mosa, le ho ikokobeletsa banna ba bona, esere lentswe la Modimo la nyefolwa. Bahlankana le bona o ba kgothaletse hore ba be sedi. Wena ka sebele o ba etsetse mohlala dinthong tsohle ka mesebetsi e metle, ka thuto e hlwekileng le ka boitlhompho. O bolele tsa nnete, tse ke keng tsa tshwauwa diphoso, hore mohanyetsi a tle a hlajwe ke dihlong ka baka la ho hloka bobe boo a ka re beang bona. Makgoba a ikokobeletse beng ba wona dinthong tsohle, a ba kgotsofatse kahohlehohle, a se ke a arabisana le bona, a se ke a ba utswetsa. Empa a bontshe hore a tshepahala kannete, kamehla, hore a tle a etse hore thuto ya Modimo, Mopholosi wa rona, e kgahlehe dinthong tsohle. Mohau wa Modimo, o pholosang batho bohle, o bonahetse. O re ruta ho tela bokgopo le ditakatso tsa lefatshe, re tle re phele re le sedi, re lokile, re ena le borapedi mehleng ya jwale, re ntse re lebeletse lehlohonolo leo re le tshepisitsweng le ponahalo ya tlotla ya Modimo e Moholo, Jesu Kreste, Mopholosi wa rona. Yena o iteletse rona, hore a tle a re lopolle bokgopong bohle, a itlhwekisetse setjhaba seo e tla ba sa hae, se tjhesehelang mesebetsi e metle. Bolela tsena, o kgothatse, o kgalemele ka matla wohle. Ho se be ya o nyedisang. Hopotsa batho hore eka kgona ba ikokobeletse babusi le ba neilweng matla, ba ba mamele, ba itokisetse mesebetsi yohle e lokileng. Ba se nyefole motho, ba se rate ntwa, ba be mosa, ba be bonolo ho batho bohle. Pele le rona re ne re le dithoto, re hana ho mamela, re kgelohile, re le makgoba a ditakatso le a menyaka ya mefutafuta, re phela ka lonya le ka mona, re hloyehile, re hloyane. Empa yare mohla ho bonahalang molemo wa Modimo, Mopholosi wa rona, le lerato la hae ho batho, a re pholosa, e seng ka baka la mesebetsi e lokileng eo re e entseng, empa e le ka baka la lereko la hae. A re pholosa ka tlhatsuo ya ho tswalwa botjha, eo Moya o Halalelang o re ntjhafatsang ka yona. Moya oo Modimo o o theoletse hodima rona ka bongata, ka Jesu Kreste Mopholosi wa rona, e le hore, ha re se re lokafaditswe ka mohau wa hae, re tle re be majalefa a bophelo bo sa feleng, boo re bo tshepileng. Lena ke lentswe la nnete. Nka rata hore ho tsena o se ke wa thekesela, e le hore bohle ba tshepang Modimo ba ikemisetse ho thahasella mesebetsi e metle. Hona ho hotle, mme ke thuso ho batho. Ha e le dikgang tsa bothoto, le ditaba tsa meloko ya baholoholo, le diqabang, le ditsekisano ka tsa Molao wa Moshe, o di sesefe. Tse jwalo ha di na thuso, ke tsa lefeela. Ya bakang dikarohano o mo kgalemele hanngwe kapa habedi, ebe o kgaohana le yena. Tseba hore ya jwalo o senyehile, ke moetsadibe, o se a ikahlotse. Ha ke romela Aretemase kapa Tikikose ho wena, o potlakele ho tla ho nna mona, Nikopolese, hobane ke hopotse ho qeta mariha teng. Hape o potlakele ho thusa Senase le Apolose leetong la bona, ba se ke ba haellwa ke letho. Bana babo rona ba ke ba ithute ho thahasella mesebetsi e metle, ba tle ba thuse moo ho hlokahalang teng, esere ya eba batho ba se nang thuso. Bohle bao ke nang le bona ba a o dumedisa. Le wena o dumedise bao e leng metswalle ya rona ka baka la tumelo. Mohau o ke o be le lona bohle. Nna Paulosi, mothswaruwa ka baka la Kreste Jesu, le Timothea ngwanabo rona, re dumedisa Filemone, moratuwa eo re sebetsang mmoho le yena, le Afia kgaitsedi ya rona, le Arekipose eo re leng bahlabani mmoho le yena, le kereke e phuthehelang ha Filemone, re re: Mohau le kgotso ya Modimo Ntata rona le ya Morena Jesu Kreste di ke di be le lona. Kamehla ha ke o hopola dithapelong tsa ka, ke leboha Modimo, hobane ke utlwa ho bolelwa tumelo eo o nang le yona ho Morena Jesu, le lerato leo o nang le lona ho badumedi bohle. Thapelo ya ka ke hore tumelo eo o nang le kabelo ho yona e sebeletse, e tle e tswale kutlwisiso ya tsohle tse molemo tseo re nang le tsona ho Kreste. Ngwaneso, lerato la hao le nthabisitse, le ntshedisitse haholo, hobane ke ka wena dipelo tsa badumedi di kgatholohileng. Ka baka lena nka ba sebete ho o laela ka Kreste ho etsa se lokelang, empa ka baka la lerato ke a o rapela, ke le Paulosi wa leqheku, eo kajeno e bileng e leng motshwaruwa ka baka la Kreste Jesu. Ke ipeletsa ho wena malebana le ngwana wa ka, Onesimose eo ke mo tswaletseng ditlamong tsa ka; yena eo pele e neng a se na thuso ho wena, empa jwale ya nang le thuso ho rona ba babedi. Ke mo kgutlisetsa ho wena, yena eo e leng pelo ya ka. Ke lakatsa ho mmoloka kwano, hore ha ke ntse ke le ditlamong ka baka la molaetsa o molemo, a tle a ntshebeletse bakeng sa hao. Empa ha ke a rata ho etsa letho ntle ho tumello ya hao, esere thuso ya hao ya eba ya ho qobellwa, e seng ya ho ithaopa. Mohlomong Onesimose o ile a arohanngwa le wena ka nakwana, e le hore o tle o boele o be le yena kamehla. Empa jwale ha e sa le lekgoba, o se a feta lekgoba ka bohlokwa; ke ngwanabo rona ya ratehang, haholoholo ho nna. Jwale o tla rateha hakaakang ho wena e le motho, e le modumedi! Haeba o nkuku ke le molekane wa hao, mo amohele jwalokaha o ne o tla nkamohela. Feela haeba a o senyeditse ho hong, kapa a nkile molato ho wena, o tle o o batle ho nna. Nna Paulosi, ke ngotse ka letsoho la ka, ke re: “Ke nna ya tla o lefa.” Feela ha ke rate ho o hopotsa hore ke ka nna o leng seo o leng sona: Ke wona molato wa hao. E, ngwaneso, ako nthuse ka baka la Morena. Kgatholla pelo ya ka ho Kreste. Ke o ngolla le kgodisehile hore o tla mmamela, o be o etse se fetang le seo ke se kopang. Hape o ntokisetsi bodulo, hobane ke na le tshepo ya hore ka dithapelo tsa lona ke tla kgutlisetswa ho lona. Epafarase, eo re leng ditlamong le yena ka baka la Kreste, o a dumedisa. Le bo-Mareka, le Arisetarekose, le Demase, le Luka, bao re sebetsang mmoho le bona, ba a o dumedisa. Mohau wa Morena wa rona Jesu Kreste o ke o be le lona. Mehleng ya kgale Modimo o ile a bua le bo-ntata rona ka baporofeta, ka makgetlokgetlo, ka mekgwa e mengata, empa jwale matsatsing ana a qetello o buile le rona ka Mora wa hae, eo a entseng tsohle ka yena, mme a mo etsa mojalefa wa tsona. Mora o kganya ka tlotla ya Modimo, ke setshwantsho sa boleng ba Modimo, mme tsohle o di boloka ka lentswe la hae le matla. Hoba a re hlwekise dibe, a ya dula ka letsohong le letona la Ya Hodimodimo, mahodimong. O entswe e moholo ho feta mangeloi, jwalokaha lebitso leo Modimo a mo neileng lona le feta a mangeloi. Ke lefe la mangeloi leo Modimo a kileng a re ho lona: “O Mora wa ka, kajeno ke o tswetse?” “Kapa a re: “Ke tla ba Ntatae, le yena e be Mora wa ka?” Hape mohla a romelang Mora wa hae wa letsibolo lefatsheng, a na a re: “Mangeloi wohle a Modimo a mo kgumamele.” Ha e le ka mangeloi ho itswe: “O etsa mangeloi a hae meya, le basebeletsi ba hae malakabe a mollo.” Empa ka Mora ho itswe: “Terone ya hao Modimo, ke ya kamehla le mehla, lere la hao la puso, ke lere la toka. O rata ho loka, o hloile bokgopo; kahoo Modimo, Modimo wa hao, o o tlotsitse ka ole ya thabo, ho ena le balekane bohle ba hao.” Hape ho itswe: “Wena Morena, tshimolohong o ne o hlole lefatshe, mahodimo ke mosebetsi wa diatla tsa hao. Tsohle di tla timela, empa wena o tla sala; tsohle di tla tsofala jwaloka seaparo. O tla di phuthaphutha jwaloka kobo, mme di tla fetoha jwaloka seaparo. Empa wena haesale e le wena, dilemo tsa hao di ke ke tsa fela.” Ke lefe la mangeloi leo Modimo a kileng a re ho lona: “Dula ka letsohong la ka le letona, ho fihlela ke bea dira tsa hao katlasa maoto a hao?” Kahoo mangeloi ke eng, haese meya e sebeletsang, le bahlanka ba rongwang ke Modimo ho thusa ba tla ja lefa la pholoho? Kahoo re tlamehile ho hlokomedisisa tseo re di rutilweng, esere ra kgeloha. Lentswe le boletsweng ke mangeloi le tiile, mme ho le tlola le ho se le mamele ho nnile ha fumana moputso o lokelang. Jwale rona re tla phonyoha jwang, ha re eisa ho pholoswa ho hoholo hakaalo, hoo Morena e bileng wa pele ho ho bolela, mme ra ho pakelwa ka ho tiya ke ba ho utlwileng? Modimo le yena o ho pakile ka mehlolo, le dimakatso, le diketso tse matla tsa mefutafuta, le ka dineo tsa Moya o Halalelang, tseo a di abang ka ho ya ka thato ya hae. Modimo ha a a bea lefatshe le tlang, leo re buang ka lona, taolong ya mangeloi. Etswe sebakeng se seng ho boletswe hantle, ha thwe: “Motho e ne e le eng, hoo o ka mo hopolang, le ngwana motho e ne e le eng, hoo o ka mo hlokomelang? O mo entse ya katlasana ho mangeloi ka nakwana, o mo rwesitse mofapahlooho wa tlotla le hlompho, o beile tsohle katlasa maoto a hae.” Ka ho bea tsohle tlasa motho, ha a a ka a siya letho leo a sa le beang tlasa hae. Hajwale ha re eso bone hore tsohle di beilwe katlasa hae. Empa seo re se bonang ke Jesu ya beilweng katlasana ho mangeloi ka nakwana, a rweswa mofapahlooho wa tlotla le hlompho ka baka la mahloko a lefu la hae, e le hore ka mohau wa Modimo a tle a shwele bohle. Ho ne ho tshwanela hore Modimo, yena eo dintho tsohle di tswang ho yena, mme di leng teng ka yena, ya neng a tla isa bana ba hae ba bangata tlotleng, a etse hore pulamadiboho e ba pholosang, e phethehe ka ho hlokofatswa. Mohalaletsi le ba halaletswang ke bana ba motho. Ka baka leo, Jesu ha a dihlong ho ba bitsa bana babo, ha a re: “Ke tla tumisa lebitso la hao hara bana beso, ke o rorise hara phutheho.” Hape a re: “Ke tla bea tshepo ya ka ho Morena.” A buela a re: “Ke nna enwa le bana bao Modimo a mphileng bona.” Erekaha bana bao e le batho ba nama le madi ka ho tshwana le yena, o tshwana le bona ka nama le madi, e le hore ka lefu la hae a tle a ripitle ya nang le matla hodima lefu, e leng Diabolosi. Ka ho etsa jwalo o lokolotse batho ba neng ba le bokgobeng ba ho tshaba lefu bophelong bohle ba bona. Ruri ha a a tlela mangeloi, empa o tletse ba leloko la Aborahama. Kahoo o ne a tshwanetse ho etswa ya tshwanang le bana babo kahohle, hore e be Moprista e Moholo, ya lereko, ya tshepahalang ho Modimo dinthong tsohle, e le hore a lefelle dibe tsa setjhaba. Kaha le yena a lekilwe ka ho hlokofatswa, o tseba ho thusa ba lekwang. Ha ho le jwalo, bana beso ba halalelang, bao re nang le kabelo mmoho le lona pitsong ya lehodimo, tadimang moromuwa le Moprista e Moholo, Jesu, eo re mmolelang tumelong ya rona. O ile a tshepahala ho ya mmeileng, jwalokaha Moshe a ile a tshepahala tlung yohle ya Modimo. Jesu o bile o lokelwa ke tlotla e fetang ya Moshe, jwalokaha sehahi sa ntlo se hlompheha ho feta ntlo ka boyona. Efela ntlo e nngwe le e nngwe e na le sehahi sa yona, mme sehahi sa tsohle ke Modimo. Moshe o ile a tshepahala tlung yohle ya Modimo e le mosebeletsi ya pakang tse tlang ho bolelwa ke Modimo, empa Kreste, e le Mora, o tsepahala tlung ya hae eo a e okametseng. Ntlo eo ke rona ha re ka ba sebete, mme ra boloka tshepo eo re leng motlotlo ka yona. Ka baka leo, jwalokaha Moya o Halalelang o bolela: “Kajeno ha le utlwa lentswe la hae, se thatafatseng dipelo tsa lona jwaloka mohla ba mo fetohelang, jwaloka mohla ba mo lekang lehwatateng, moo bo-ntata lona ba ileng ba nteka teng, ba nnonya, leha ba ne ba bone diketso tsa ka ka dilemo tse mashome a mane. Ka baka leo, ka halefela moloko oo, ka re: Kamehla dipelo tsa bona di kgelohile, ha ba a ka ba tseba ditsela tsa ka. Yaba ke hlapanya ke halefile, ke re: Ba ke ke ba ba ba kena, ba kena phomolong ya ka. ” Bana beso, hlokomelang, esere mohlomong e mong wa lona a ba le pelo e mpe, e hanang ho dumela, e mo arohanyang le Modimo ya phelang. Le mpe le kgothatsane ka matsatsi wohle, ha ho sa ntsane ho thwe: “Kajeno”, e le hore ho se be le ya mong ya ithatafatsang ka ho thetswa ke sebe. Re fetohile ba nang le kabelo le Kreste ho tsa hae, ha feela re tiisetsa, ho isa qetellong, tshepong e tiileng eo re bileng le yona qalong, kaha o thwe: “Kajeno ha le utlwa lentswe la hae, se thatafatseng dipelo tsa lona jwaloka mohla ba mo fetohelang.” Jwale ke bafe ba ileng ba le utlwa, mme ba mo fetohela? Na hase bohle ba ileng ba tswa Egepeta ba tsamaiswa ke Moshe? Ke bafe bao a ileng a ba halefela ka dilemo tse mashome a mane? Na hase ba ileng ba etsa sebe, bao ditopo tsa bona di ileng tsa sala lehwatateng? Ke bafe bao a ileng a ba hlapanyetsa hore ba ke ke ba kena phomolong ya hae le ka mohla, haese batho bao ba neng ba hana ho mamela? Re a bona he, hore ba ile ba sitwa ho kena ka baka la ho se dumele ha bona. Kaha re sietswe tshepiso ya ho kena phomolong ya hae, a re tshabeng, esere e mong wa lona a fumanwa a sitilwe ho kena. Re boleletswe molaetsa o molemo jwaloka bona, empa lentswe leo ba le rutilweng ha le a ba tswela molemo, hobane ba le utlwileng ha le a ka la ba lomosa tumelong. Rona ba dumetseng re fela re kena phomolong, jwalokaha a itse: “Yaba ke hlapanya ke halefile, ke re: Ba ke ke ba ba ba kena ba kena phomolong ya ka. ” A rialo le hoja mesebetsi ya hae e ne e phethahale ho tloha tlholehong ya lefatshe, hobane ha ho buuwa ka letsatsi la bosupa ho itswe: “Ka letsatsi la bosupa Modimo a phomola mesebetsing yohle ya hae.” Hape ha thwe: “Ba ke ke ba ba ba kena phomolong ya ka le ka mohla.” Kaha ba neng ba bolellwe molaetsa o molemo pele, ba sa ka ba kena phomolong ya hae ka baka la ho se dumele, ho sa na le ba bang ba tla kena. Ka hona Modimo o boetse o kgethile letsatsi le leng, leo a reng ke: “Kajeno”. Ha ho se ho fetile dilemo tse ngata, mme a bua ka molomo wa Davida, o sebedisa mantswe a seng a boletswe, o re: “Kajeno ha le utlwa lentswe la hae, se thatafatseng dipelo tsa lona.” Hoja Joshua o ne a ile a fela a ba phomotsa, hamorao Modimo a ka be a sa ka a bolela letsatsi le leng hape. Ha ho le jwalo, setjhaba sa Modimo se sa saletswe ke letsatsi la phomolo, hobane ya keneng phomolong ya hae le yena o phomotse mesebetsing ya hae, jwalokaha Modimo le yena a ne a phomole ho ya hae. A re thahaselleng ho kena phomolong eo, esere ka mokgwa o tshwanang le wane, ba bang ba wa, ka ho latela mohlala wa ho se mamele. Lentswe la Modimo le a phela, le a sebetsa. Le bohale ho feta disabole tsohle tse sehang kamahohle. Le phohlotsa ho ya fihla moo bophelo le moya di kopanang teng, manonyeletsong le mokong. Le ahlola mehopolo le merero ya pelo. Ha ho sebopuwa se ka patehang pela hae; tsohle di pepeneneng, di bonahala mahlong a hae, yena eo re tla ikarabella ho yena. Erekaha re ena le Moprista e Moholo, ya hlompehang, ya keneng lehodimong, e leng Jesu, Mora wa Modimo, a re boleleng tumelo ya rona re tiile. Moprista wa rona e Moholo hase ya ka sitwang ho re utlwela bohloko mefokolong ya rona, hobane ke ya ileng a lekwa ka ditsela tsohle jwaloka rona, empa a se ke a etsa sebe. Ka baka leo, a re atameleng ka sebete teroneng ya mohau, re tle re amohele lereko, re fumane le mohau ho re thusa ha re hloka thuso. Moprista e mong le e mong e Moholo o kgethilwe hara batho, o beetswe ho sebeletsa Modimo sebakeng sa bona, hore a tle a nyehele ka dimpho le ka mahlabelo ka baka la dibe. Erekaha le yena a imetswe ke mefokolo e mengata, a ka ba le hona ho qenehela ba sa tsebeng le ba kgelohileng. Kaha le yena a fokola, o tshwanetse ho nyehela ka mahlabelo ka baka la dibe, e seng tsa setjhaba feela, empa le ka baka la tsona tsa hae. Ha ho ya ka inkelang tlotla eo, hobane motho o bitswa ke Modimo, jwaloka Arone. Ka mokgwa o jwalo le yena Kreste ha a a ka a inkela tlotla ya ho ba Moprista e Moholo, empa o entswe yena ke ya itseng: “O Mora wa ka, kajeno ke o tswetse;” jwalokaha sebakeng se seng a re: “O moprista ka mehla yohle jwaloka Meleki-Sedeke.” Kreste, ha a ntse a phela lefatsheng, o ile a hlahisa dithapelo le dikopo ka mehoo le ka meokgo ho Modimo, ya neng a ka mo pholosa lefung, mme kaha a ne a ikokobeditse, Modimo o ile a mo mamela. Empa leha e ne e le Mora wa Modimo jwalo, ka mahloko a hae o ile a ithuta ho mamela. Ha a se a entswe ya phethehileng, e bile mohlodi wa pholoho e sa feleng ho bohle ba mo mamelang, mme Modimo a mo phatlalatsa e le Moprista e Moholo jwaloka Meleki-Sedeke. Di ngata tseo re ka di bolelang ka taba ena, empa ho thata ho le hlalosetsa tsona, hobane le lenama ho mameleng. Le ka be le se le le ba rutang ba bang jwale, empa le sa ntse le hloka ho rutwa hape dithuto tsa ho qala tsa lentswe la Modimo. Bakeng sa hore le je dijo tse thata, le sa ntse le hloka ho ja lebese. Bohle ba fepjwang ka lebese e sa le masea, ba sitwa ho tseba ho nepahetseng. Athe dijo tse thata ke tsa batho ba baholo, ba seng ba ithutile ho hlalohanya botle le bobe. Jwale a re tloheleng thuto eo ho qalwang ka yona ya Kreste, re fetele pele ho tse phethehileng, tsa batho ba baholo. Re se ke ra boela ra kgutlela motheong: E leng ho furalla mesebetsi e isang timelong, ho dumela ho Modimo, ho rutwa tsa dikolobetso, peo ya matsoho, tsoho ya bafu le kahlolo e sa feleng. Ha Modimo a re dumella, re tla etsa jwalo. Ba kileng ba bontshwa lesedi, ba latswa neo ya lehodimo, ba abelwa Moya o Halalelang, ba latswa lentswe le monate la Modimo, le matla a lefatshe le tlang ho tla, ho ke ke ha etsahala hore bao, ha ba ka kweneha, ba boele ba ntjhafatswe ka pako. Ke ba boetseng ba thakgisa Mora wa Modimo ka bobona, mme ba mo etsa sekgobo. Tshimo e montseng pula e atisang ho e nela, e medisetsang ba e lemang tse molemo, e hlohonolofatswa ke Modimo. Empa e medisang meutlwa le tshehlo ha e na thuso, e se e atametse thohako, mme e tla qetella e tjhesitswe. Baratuwa, leha re bua jwalo, re kgodisehile hore lona le boemong bo botle ba ho pholoswa. Modimo ha a hloke toka hoo a ka lebalang mosebetsi wa lona, le lerato leo le le bontshitseng ho yena ka ho sebeletsa badumedi, bao le sa ntseng le ba sebeletsa le jwale. Re lakatsa ha e mong le e mong wa lona a ka bontsha mafolofolo wona ao, a etsang hore tshepo ya lona e phethehe ho fihlela qetellong. Le se ke la tepella, le mpe le etsise bao, bao ka tumelo le mamello, ba jang lefa la tseo ba di tshepisitsweng. Modimo, kaha ho se e mong e moholo ho mo feta hore a hlapanye ka yena, o ile a ikana ka boyena mohla a etsetsang Aborahama tshepiso, a re: “Ruri ke tla o hlohonolofatsa haholo, le ditloholo tsa hao ke di ngatafatse.” Aborahama o ile a tiisetsa, mme ka hona a fumana seo a se tshepisitsweng. Etswe batho ba hlapanya ka e moholo ho ba feta, mme dikgang tsohle tsa bona di fediswa ka ho ikana. Ke moo Modimo a tiisitseng ka kano, kaha a ne a rata ho bontsha kahohlehohle majalefa a ditshepiso hore morero wa hae ha o fetohe. E bile hore ka ketso tseo tse pedi, tse ke keng tsa fetoha, tseo ka tsona Modimo a ke keng a thetsa, rona ba tshabetseng ho yena re kgothale ka matla, ho itshwarella tshepong eo re e neilweng. Tshepo eo re na le yona jwaloka sengaparela sa moya, se tiileng e le kannete. Tshepo eo e kenella kahare ho lesira, moo Jesu, moetellipele wa rona, a keneng teng e le Moprista e Moholo ka ho sa feleng jwaloka Meleki-Sedeke. Meleki-Sedeke eo e ne e le kgosi ya Salema le moprista wa Modimo ya hodimodimo. Ha Aborahama a kgutla ntweng eo a neng a hlotse dikgosi ho yona, Meleki-Sedeke o ile a mo kgahlanyetsa, mme a mo hlohonolofatsa. A ba a arolelwa karolo e le nngwe ho tse leshome ya kgapo yohle ke Aborahama. Lebitso la Meleki-Sedeke ke ho re: “Kgosi ya toka”. Hape e ne e le kgosi ya Salema, e leng ho re: “Kgosi ya kgotso”. Yena, ya se nang ntatae, ya se nang mmae, ya se nang leloko, ya se nang leha e le qalo ya ditshiu tsa bophelo ba hae leha e le qetello ya tsona, ya tshwanang le Mora wa Modimo, o sala e le moprista ka ho sa feleng. Lemohang boholo ba motho eo moholoholo wa rona Aborahama a ileng a mo nea karolo e le nngwe ho tse leshome, e leng tsa bohlokwa tse hapilweng. Jwale, hara ditloholo tsa Levi, ba amohelang boprista ba laelwa ke Molao ho nka karolo e le nngwe ho tse leshome ho setjhaba, ke hore ho bana babo bona, leha e le ba tswileng lethekeng la Aborahama. Athe Meleki-Sedeke ya sa balweng melokong ya bona, o ile a nka karolo e le nngwe ho tse leshome ho Aborahama, mme a hlohonolofatsa ya neng a etseditswe ditshepiso. Ha ho ya ka hanyetsang hore e monyenyane o ye a hlohonolofatswe ke e moholo. Hape ha e le baprista bao ba nkang karolo e le nngwe ho tse leshome, ke batho ba shwang; athe, ha e le Meleki-Sedeke, ke ya pakilweng hore o a phela. Ho ka thwe esita le Levi ya nkang karolo e le nngwe ho tse leshome o ne a e ntshisitswe ka Aborahama, hobane o ne a sa le lethekeng la moholoholo wa hae, mohla Meleki-Sedeke a mo kgahlanyetsang. Setjhaba sa Iseraele se ile sa amohela Molao tlasa boprista ba Levi. Jwale, hoja boprista boo e ne e le bo phethehileng, na ho ne ho sa ntse ho hlokahala hore ho hlahe moprista e mong, eo e leng yena jwaloka Meleki-Sedeke, e seng jwaloka Arone? Ha boprista bo fetoha, molao le wona eka kgona o fetohe. Jwale eo ho buuwang ka yena tabeng tsena ke wa leloko lesele, leo ho seng setho le se seng sa lona se kileng sa sebeletsa aletareng. Efela ho tsejwa hantle hore Morena wa rona o tswile lelokong la Juda, leo Moshe a sa kang a bolela letho ka lona, ha a bua ka tsa boprista. Hona ho totobetse le ho feta, ha moprista e mong ya hlahang a tshwana le Meleki-Sedeke, ya sa kang a bewa ka mokgwa o dumellanang le melao le meetlo ya botho, empa ya beilweng ka matla a bophelo bo ke keng ba fediswa, hobane ho pakilwe ka yena, ha thwe: “O moprista ka ho sa feleng jwaloka Meleki-Sedeke.” Ka nqe nngwe Molao wa pele o ile wa fediswa ka baka la ho fokola le ho hloka thuso ha wona, hobane ha ho letho leo Molao oo o neng o ka etsa hore le phethehe. Empa ka nqe nngwe ho ile ha tliswa tshepo e fetisang ka molemo, eo re ka atamelang pela Modimo ka yona. Ha e le hoo, ho entswe ka kano; athe ba bang e bile baprista kantle ho kano. Jesu yena o etseditswe kano ke ya itseng ka yena: “Morena o ikanne, mme ha a ka ke a kweneha: O moprista ka ho sa feleng. ” Ka baka leo, Jesu e bile motiisi wa selekane se molemo ka ho fetisa. Hape ba bang ba bangata e nnile ya eba baprista, hobane ba ne ba eshwa, mme ba sitwa ho tswela pele bopristeng. Empa boprista ba Jesu ke bo se nang bofelo, hobane yena o teng kamehla le mehla. Ka hona o na le matla a ho pholosa ka ho tlala bohle ba tlang ho Modimo ka yena, kaha a phela kamehla ho ba buella. Re lokelwa ke Moprista e Moholo ya jwalo, ya halalelang, ya se nang bobe leha e le sekodi, ya sa amaneng le baetsadibe, ya phahamiseditsweng kahodimo ho mahodimo. O ne a se jwaloka Baprista ba bang ba Baholo, ba neng ba hloka ho nyehela ka mahlabelo ka matsatsi wohle, pele e le ka baka la dibe tsa bona, e ntano ba tsa setjhaba. Jesu o ile a nyehela ka sehlabelo se le seng, hanngwe feela, ha a inyehela ka boyena. Molao wa Moshe o beile batho ba nang le mefokolo hore e be Baprista ba Baholo; athe mantswe a kano, a builweng kamorao ho Molao wa Moshe, a beile Mora ya phethehileng ka ho sa feleng. Tabataba ya tseo ke di boletseng ke ena: Re na le Moprista e Moholo ya jwalo, ya dutseng ka letsohong le letona la terone ya Ya Hodimodimo, mahodimong. Ke mosebeletsi wa Sehalalelo, le wa tente ya nnete e hlomilweng ke Morena, e seng ke motho. Moprista e mong le e mong e Moholo o beetswe ho nyehela ka dimpho le ka mahlabelo; ka baka leo, Moprista wa rona e Moholo le yena o tlameha ho ba le ho hong hoo a ka nyehelang ka hona. Hoja o ne a le lefatsheng, e ne e ke ke ya eba moprista, kaha ho na le baprista ba bang ba nyehelang ka dimpho, ho ya ka Molao wa Moshe. Feela bosebeletsi ba bona ke mohlala le setshwantsho sa tse mahodimong, jwalokaha Modimo a ile a lemosa Moshe, ha a le lekgatheng la ho hloma Tente, a re: “Bona, o tla etsa tsohle ho latela seo o neng o se bontshwe ha o le thabeng.” Jwale Jesu o neilwe bosebeletsi bo fetang ba bona, kaha e le mmoelanyi wa Modimo le batho ka selekane se theilweng hodima ditshepiso tse ntle ho feta tsa pele. Ha e ne e ba selekane sane sa pele se ne se sa nyatsehe, ho ka be ho sa ka ha hlokahala hore ho be le selekane sa bobedi. Empa jwale Modimo o nyatsa setjhaba sa hae, ha a re: “Bonang, matsatsi a a tla, ho rialo Morena, ao ka wona ke tla etsa selekane se setjha, ke se etse le ba ntlo ya Iseraele, le ba ntlo ya Juda. Ha se na ho tshwana le selekane seo ke neng ke se etse le baholoholo ba bona, ha ke ne ke ba tshwere ka letsoho, ke ba ntsha naheng ya Egepeta. Kahobane ha ba a ka ba tiisetsa selekaneng sa ka, le nna ha ke a ka ka ba natsa, ho rialo Morena. Selekane seo ke tla se etsa le ba ntlo ya Iseraele, hoba matsatsi ao a fete, ho rialo Morena, ke sena: Ke tla kenya molao wa ka maikutlong a bona, ke o ngole kahara dipelo tsa bona; ke be Modimo wa bona, bona e be setjhaba sa ka. Motho ha a sa tla hlola a ruta ya ahisaneng le yena, leha e le ngwanabo, a re: Tseba Morena! hobane ba tla ntseba bohle, ho tloha ho ya eisehang ho isa ho ya hlomphehang. Ke tla ba tshwarela makgopo a bona, ha ke sa tla hlola ke hopola dibe tsa bona.” Ha e le moo a bua ka selekane se setjha, ke hobane sa pele o se tsofaditse, mme ntho e tsofalang, e onelang, eba e haufi le ho fela. Selekane sa pele se ne se ena le melao ya tshebeletso, le tempele eo e leng ya lefatshe. Ho ile ha hlongwa Tente, eo karolo ya yona ya pele e neng e bitswa Sehalalelo. Ka ho sona ho ne ho ena le sedulwana sa mabone, tafole, le bohobe bo halalelang. Kamora lesira la bobedi ho ne ho ena le karolo ya bobedi ya Tente, e neng e bitswa Sehalalelo se halalelang ka ho fetisisa. Ka ho sona ho ne ho ena le aletare ya kgauta, moo ho neng ho tjhesetswa mokubetso teng, le areka ya selekane e apesitsweng ka kgauta, moo ho kentsweng pitsa ya kgauta e tshetseng manna, le lere la Arone le neng le ile la eba le dithunthung, le matlapa a mabedi ao ho ngotsweng mantswe a selekane ho wona. Hodima areka eo ho ne ho ena le dikerubime tse tlotlehang. Mapheo a tsona a ne a kgurumeditse sebaka sa tefelo ya dibe. Empa ena hase nako ya ho lokodisa tsena tsohle. Ho ya ka ditlhopiso tseo, baprista ba kena kamehla karolong ya pele ya Tente ho phetha tsa bosebeletsi ba bona. Empa karolong ya bobedi ya Tente ho kena Moprista e Moholo feela, le teng hanngwe ka selemo. O kena a nkile madi ao a nyehelang ka wona ho Modimo ka baka la dibe tsa hae le tsa batho, tseo ba di entseng ka ho hloka tsebo. Ka hona Moya o Halalelang o bontsha hore tsela e kenang Sehalalelong se halalelang ka ho fetisisa ha e eso bulwe, ha karolo ya pele ya Tente e sa ntsane e le teng. Hona ke setshwantsho se supang mehla ya jwale: Tenteng eo, ho nyehelwa ka dimpho le ka mahlabelo a ke keng a etsa hore ya rapelang a hlwekiswe pelo. Ke tse amanang le dijo, le dino, le ho itlhatswa ha mefutafuta, e leng meetlo ya botho feela, e neng e tla sebetsa ho fihlela Modimo a lokisa dintho botjha. Jwale Kreste o tlile e le Moprista e Moholo wa tse molemo tse tlang ho tla. Tente eo a sebeletsang ho yona e kgolo, mme e phethehile ho feta ya pele. Ha e a etswa ke motho, e leng ho re hase ya lefatshe lena. O kene hanngwe feela Sehalalelong se halalelang ka ho fetisisa, a sa nka madi a diphooko kapa a manamane, empa a nkile madi a hae ka sebele, mme a re fumanela topollo e sa feleng. Haesita madi a diphooko le a dipoho, le molora wa sethojana o fokwang, tsena di halaletsa batho ba silafetseng ka ho ba hlwekisa mmeleng, na madi a Kreste ya inyehetseng ho Modimo ka moya wa hae o sa feleng, a se na sekodi, ekaba wona a hlwekisa hakaakang dipelo tsa rona mesebetsing e isang timelong, e le hore re tle re sebeletse Modimo ya phelang? Ka baka lena, Kreste ke mmoelanyi wa Modimo le batho ka selekane se setjha. Ka lefu la hae o lefeletse ditshito tseo batho ba neng ba di etse tlasa selekane sa pele, e le hore ba bitsitsweng ke Modimo ba tle ba tsebe ho ja lefa le sa feleng, leo ba le tshepisitsweng. Moo ho entsweng lengolo le abang lefa, eka kgona lefu la moetsi wa lona le pakwe. Dipallo tsa lengolo le jwalo di phethahatswa feela kamora lefu; athe ha moetsi wa lona a sa phela, ha le na thuso. Kahoo le sona selekane sa pele se theilwe ka madi. Moshe o ile a balla setjhaba sohle ditaelo tsohle ka ho ya ka Molao, a nto nka madi a manamane le a diphooko, le metsi, le boya bo bofubelu, le lehlaku la hisopa, a foka buka ya Molao le batho bohle, a re: “Hona ke madi a selekane seo Modimo a le laetseng sona.” Yaba o foka le Tente ka madi, le dintho tsohle tse sebediswang tshebeletsong. Ho ya ka Molao e batla e le tsohle tse hlwekiswang ka madi, mme dibe di ke ke tsa tshwarelwa ha madi a sa tsholohe. Ha e le mona dintho tsena, tse tshwantshang tse mahodimong, di hlwekiswa ka mokgwa ona, eka kgona tsena tsa mahodimo tsona di hlwekiswe ka mahlabelo a fetang ao. Kreste ha a a ka a kena ka Sehalalelong se entsweng ke batho, e leng setshwantsho feela sa Sehalalelo sa nnete, empa o kene lehodimong la sebele, moo jwale a tlang ho hlaha kapele ho Modimo sebakeng sa rona. Moprista e Moholo o kena ka Sehalalelong ka selemo le selemo, a nkile madi ao e seng a hae, empa Kreste ha a a ka a inyehela ka makgetlo a mangata. Hoja ho ne ho le jwalo, e ne eka kgona a hlokofatswe hangata ho tloha tlholehong ya lefatshe. Empa o bonahaditswe hanngwe feela mehleng ena ya qetello, ho fedisa sebe ka ho iketsa sehlabelo. Batho ba abetswe ho shwa hanngwe, ba nto ahlolwa. Ka mokgwa o jwalo le Kreste o ile a inyehela hanngwe, ho tlosa dibe tsa ba bangata. Mohla a tlang kgetlo la bobedi, sebe se se se fedisitswe, o tla iponahatsa ho ba mo lebeletseng hore a ba pholose. Molao wa Moshe e bile seriti feela sa tse molemo tse tlang ho tla, e seng setshwantsho sa nnete sa dintho tseo. Ka mahlabelo wona ao, a nyehelwang ka selemo le selemo hoyahoile, Molao ha o ka ke wa etsa hore ba nyehelang ka wona ba phethehe. Ho seng jwalo, batho ba ka be ba kgaoditse ho nyehela ka mahlabelo ao, hobane barapedi, ha ba ne ba se ba kile ba hlwekiswa hanngwe, ba ne ba ke ke ba hlola ba eba le letswalo. Empa mahlabelo ao a hopotsa batho dibe tsa bona ka selemo le selemo; etswe madi a dipoho le a diphooko ha a ka ke a tlosa dibe. Ka baka leo, ha Kreste a etla lefatsheng, a na a re: “Sehlabelo le nyehelo ha o di batle, feela o ntokiseditse mmele. Ditjheso le mahlabelo ka baka la dibe ha di o kgahlise. Yaba ke re: Bona, ke nna enwa, eo ho ngotsweng ka yena bukeng ya Molao. Ke tlile, Modimo, ho phetha thato ya hao.” O qadile ka ho re: “Mahlabelo, le dinyehelo, le ditjheso, le mahlabelo ka baka la dibe, ha o di batle, ha di o kgahlise,” leha di nyehelwa ho ya ka Molao. Yaba o re: “Bona, ke nna enwa, ke tlile ho phetha thato ya hao.” Ka hona Modimo o fedisa bosebeletsi ba pele, hore a hlome bo botjha. Ke ka thato eo re halaleditsweng ka nyehelo ya mmele wa Jesu Kreste, e entsweng hanngwe feela. Ka matsatsi wohle moprista e mong le e mong o phetha tsa tshebeletso, mme o nyehela hangata ka wona mahlabelo ana, ao ho hang a ke keng a tlosa dibe. Empa Kreste, hoba a nyehele hanngwe ka sehlabelo ka baka la dibe, a ya dula ka letsohong le letona la Modimo, ka mehla yohle; mme jwale o lebeletse hore dira tsa hae di etswe bonamelo ba maoto a hae. Ka ho inyehela hanngwe feela o ile a etsa hore bao a ba halaleditseng ba phethehe ka mehla yohle. Le Moya o Halalelang o a re pakela, hobane o qadile ka ho re: “Selekane seo ke tla se etsa le bona ha matsatsi ao a fetile, ho rialo Morena, ke sena: Ke tla kenya molao wa ka maikutlong a bona, kahara dipelo tsa bona.” Hape wa re: “Ha nka ke ka hlola ke hopola dibe tsa bona le bokgopo ba bona.” Jwale moo tshwarelo e seng e le teng, nyehelo e etswang ka baka la dibe ha e sa hlokahala. Bana beso, re na le tshepo e tiileng ya ho kena ka Sehalalelong ka madi a Jesu. Re na le tsela e ntjha, e phelang, eo a re buletseng yona ka ho phunyeletsa lesira, e leng botho ba hae. Re na le Moprista ya Phahameng, ya okametseng ba ntlo ya Modimo. Kahoo a re atameleng ka dipelo tse tshepahalang, le ka tumelo e tletseng, re hlwekisitswe dipelo ho kgutsisa matswalo a rona, re hlatswitswe mmele ka metsi a hlwekileng. A re tiisetseng ho bolela tshepo ya rona re sa thekesele, hobane ya re tshepisitseng o a tshepahala. A re hlokomelaneng, mme re kgothaletsaneng leratong le mesebetsing e metle. Re se ke ra furalla diphutheho tsa rona, jwalokaha ba bang ba tlwaetse. Empa re kgothatsane, haholoholo kaha le a bona hore Letsatsi la Morena le ntse le atamela. Ha re etsa dibe ka boomo, empa re se re fumane tsebo ya nnete, ha ho sa na sehlabelo se ka tlosang dibe tseo; ho tla sala tebello e tshabehang ya kahlolo, le kgabo ya mollo e tla timetsa bahanyetsi. Ha motho a sa boloke Molao wa Moshe, o ne a bolawa ka bopaki ba dipaki tse pedi kapa tse tharo, ho se mohau. Ha le nahana, kotlo e tla ba boima hakaakang, e lokelang ya hataketseng Mora wa Modimo, ya tlontlolotseng madi a selekane ao a hlwekisitsweng ka wona, ya nyefotseng Moya wa Modimo o mohau! Etswe re tseba ya itseng: “Phetetso ke ya ka, ke nna ya tla lefeletsa.” Hape o itse: “Morena o tla ahlola setjhaba sa hae.” Ke ntho e tshabehang ho wela diatleng tsa Modimo ya phelang. Hopolang ditshiu tse fetileng, tseo eitseng hoba le qale ho bona lesedi ka tsona, le ileng la tiisetsa ntweng e boima, e bohloko. Ka nako e nngwe le ile la fetolwa se-bonwang-se-bonwa-ke-bohle ka ho hlapaolwa le ka ho hloriswa; ka nako e nngwe la etswa balekane ba ba etswang tse jwalo. Le ile la utlwela batlamuwa bohloko; la dumela ho amohuwa maruo a lona le thabile, le ntse le tseba hore le na le leruo le leng le molemo ho feta, le sa senyeheng. Jwale le se ke la lahlehelwa ke tshepo eo ya lona, e nang le moputso o moholo. Le sa hloka mamello, e le hore, ka ho phetha thato ya Modimo, le tle le amohele seo le se tshepisitsweng, hobane kamora nakwana: “Ya tshwanetseng ho tla o tla tla, a ke ke a dieha. Ya lokileng o tla phela ka tumelo, empa ha a ka ikgula, ha a sa tla nkgahlisa.” Ha e le rona, ha re ba ka ikgulang, mme ra ya timelong, empa re ba dumelang, hore re tle re ye pholohong. Tumelo ke ho tshepa dintho tse ntseng di lebeletswe, ke ho kgodiseha ka tse esong ho bonwe. Ke ka baka la yona baholoholo ba rona ba ileng ba pakwa. Ka tumelo re utlwisisa hore lefatshe lohle le bopilwe ka lentswe la Modimo, mme tse bonwang di tswa ho tse sa bonweng. Ka tumelo Abele o ile a nyehella Modimo ka sehlabelo se setle ho feta sa Kaine. Ke ka yona a pakilweng hore o lokile, kaha Modimo a ananetse dimpho tsa hae, mme ka yona Abele o ntse a bua, leha a shwele. Ka tumelo Henoke o ile a nkelwa lehodimong, a sa ka a shwa. Ha a a ka a hlola a fumanwa, hobane Modimo a ne a mo nke. Efela, pele a nkwa, o ne a pakilwe hore o kgahlisitse Modimo. Jwale kantle ho tumelo ha ho kamoo motho a ka kgahlisang Modimo kateng. Ya atamelang pela Modimo eka kgona a dumele hore Modimo o teng, le hore ke yena ya putsang ba mmatlang. Ka tumelo eitse hoba Modimo a mo tsebise tse esong ho bonwe, Nowe a ba hlokolosi, mme a haha areka, hore a tle a pholoswe le ba lelapa la hae. Ka ho dumela ha hae o ile a ahlola lefatshe, a ba a ja lefa la ho loka ho fumanwang ka tumelo. Ka tumelo Aborahama o ile a mamela ha Modimo a mmitsa, mme a fallela naheng e tlang ho ba lefa la hae; a tloha a sa tsebe moo a yang teng. Ka tumelo ya eba mojaki naheng eo a e tshepisitsweng. A phela ditenteng le Isaka le Jakobo, bao e bileng majalefa a tshepiso e le nngwe hammoho le yena. O ne a ntse a lebeletse motse o nang le motheo o tiileng, e leng motse o rerilweng, mme wa hahwa ke Modimo ka sebele. Ka tumelo le yena Sara, eo e neng e le nyopa, o ile a fuwa matla a ho ba le ngwana, leha a ne a se a tsofetse haholo, hobane o ile a tshepa botshepehi ba ya mo tshepisitseng. Ka baka lena monna a le mong, eo e neng e se e le mobu, o ile a tswala ditloholo tse ngata jwaloka dinaledi tsa lehodimo, le jwaloka lehlabathe le lebopong la lewatle, le ke keng la balwa. Batho bao kaofela ba ile ba shwela tumelong, ba eso amohele tseo ba neng ba di tshepisitswe, empa ba di bonetse hole feela, ba di thabetse, mme ba ipoletse hore ke baeti le bajaki lefatsheng lena. Ba buang jwalo ba bontsha ka mokgwa o totobetseng hore ba batla naha eo e leng ya habo bona. Hoja ba ne ba sa ntse ba hopola naha eo ba neng ba etswa ho yona, ba ka be ba fumane sebaka sa ho kgutlela ho yona. Empa jwale ba labalabela e nngwe, e lehodimong, e fetang eo ka molemo. Ka baka leo, Modimo ha a dihlong ho bitswa Modimo wa bona, hobane o ba lokiseditse motse. Ka tumelo mohla Aborahama a lekwang, o ile a nyehela ka Isaka. A nyehela ka mora wa hae ya inotshi, leha a ne a etseditswe ditshepiso, mme ho itswe ho yena: “Ke ditloholo tsa Isaka tse tla bitswa bana ba hao.” O ne a ikgodisitse hore Modimo o na le matla, esita le a ho tsosa motho bafung. Kahoo a boela a amohela mora wa hae, jwaloka hoja a tsohile bafung. Ka tumelo Isaka o ile a hlohonolofaletsa Jakobo le Esau tse tlang ho ba teng. Ka tumelo ha Jakobo a le lekgatheng la ho shwa, o ile a hlohonolofatsa bara ba Josefa ka bonngwe, mme a kgumama, a rapela a itsheheditse ka lere la hae. Ka tumelo ha Josefa a le lekgatheng la ho shwa, o ile a bua ka ho tswa ha bana ba Iseraele Egepeta, a ba a fana ka ditaelo tse amanang le masapo a hae. Ka tumelo yare hoba Moshe a tswalwe, a patwa dikgwedi tse tharo ke batswadi ba hae. Ba mmona e le ngwana e motle, mme ha ba a ka ba tshoswa ke taelo ya kgosi. Ka tumelo ha Moshe a se a hodile, o ile a hana ho bitswa mora wa moradi wa Faro; a mpa a ikgethela ho hlekefetswa le setjhaba sa Modimo, ho ena le ho ithabisa ka sebe ka nakwana. A nka sekgobo sa Kreste e le leruo le fetang menono ya Baegepeta, hobane o ne a shebile moputso. Ka tumelo a tswa Egepeta, a sa tshoswe ke kgalefo ya kgosi; a tiisetsa jwaloka hoja a bona ya sa bonweng. Ka tumelo a etsa mokete wa Paseka, mme a foka menyako ka madi, e le hore Motimetsi a tle a se ke a ama matsibolo a Baiseraele. Ka tumelo Baiseraele ba ile ba tshela Lewatle le Lefubedu, jwaloka hoja ba tsamaya mobung o ommeng; athe Baegepeta ba ileng ba leka ho ba etsisa, le ile la ba metsa. Ka tumelo marako a neng a sireleditse Jeriko a ile a heleha, hoba a potapotwe ka matsatsi a supileng. Ka tumelo Rahaba wa seotswa ha a a ka a timela hammoho le ba sa dumelang, hobane o ne a ile a amohela dihlwela ka kgotso. Ke tla reng hape? Nka haellwa ke sebaka sa ho lokodisa tsa Gideone, Barake, Samosone, Jafeta, Davida, Samuele le baporofeta. Ka tumelo batho bao ba ile ba fenya mebuso, ba etsa tse lokileng, ba fumana tseo ba neng ba di tshepisitswe. Ba bolaya ditau, ba tima mollo o bohale, ba phonyoha ho bolawa ka sabole. Ba ne ba fokola, empa ba boela ba matlafala, ba fetoha dinatla ntweng, ba qhala dimphi tsa baditjhaba. Basadi ba boela ba kgutlisetswa bafu ba bona ba tsohileng bafung. Empa ba bang, e le hore ba tle ba tsohele bophelo bo botle ka ho fetisa, ba ile ba hana ho lokollwa, ba shwela ditlhokofatsong. Ba bang ba ile ba feta hara ditshomo le ditjhapo, ba kenngwa ditlamong le ditjhankaneng. Ba tlepetswa ka majwe, ba kgaolwa mmele koto tse pedi, ba bolawa ka sabole. Ba ile ba phailaka ba apere matatana, ba futsanehile, ba hlorisitswe, ba hlekefeditswe. E ne e le batho bao lefatshe le sa ba tshwaneleng. Ba ile ba lelera mafeelleng le dithabeng, mahaheng le matsabeng a lefatshe. Kaofela ha bona, leha ba ile ba pakwa ka baka la tumelo ya bona, ha ba a ka ba amohela seo Modimo a neng a ba tshepisitse sona. Kaha Modimo a ne a re reretse tse molemo ka ho fetisa, ba ne ba ke ke ba etswa ba phethehileng, rona re le siyo. Ha e le mona re aparetswe ke leru la dipaki le lekanakana, le rona a re lahleng tsohle tse re sitisang, le sebe se re kgomaretseng, mme re mathe ka tiisetso peisong eo re e beetsweng. Re tadimeng ho Jesu, moqadi le mophethahatsi wa tumelo ya rona. Ke yena eo, ka baka la thabo eo a neng a e lebeletse, a ileng a mamella mahloko a sefapano, a se ke a natsa ho tlontlollwa ka sona, mme jwale o dutse ka letsohong le letona la terone ya Modimo. Nahanang ya ileng a mamella dikganyetso tse kaalokaalo tsa baetsadibe, esere la nyahama dipelo, la kgathala. Ntweng ya lona le sebe ha le eso lwane hoo madi a ka tsholohang, mme le se le lebetse mantswe a kgothatsang, a builweng ho lona le le bana ba Modimo, a reng: “Mora wa ka, se nyedise kgalemelo ya Morena, se kgathale ha a o laya; hoba Morena o kgalema eo a mo ratang, o shapa mora e mong le e mong eo a mo amohelang.” Mamellang matshwenyeho e le kgalemelo ya Modimo ya le nkang le le bana ba hae. Ana ke mora ofe eo ntatae a sa mo kgalemeleng? Empa haeba le sa dumele ho kgalemelwa jwaloka bana bohle, ha le bana ba hae, le bana ba matsheho. Hapehape re bile le bo-ntata rona ba lefatshe, ba ileng ba re kgalemela, mme ra ba hlompha; na jwale ha re lokele ho ikokobeletsa Ntata rona wa moya ka ho fetisisa, re tle re phele? Bo-ntata rona ba re kgalemetse ka nakwana feela, kamoo ba neng ba bona kateng, empa Modimo o re etsetsa molemo ka ho re kgalemela, hore re tle re be le kabelo kgalalelong ya hae. Kgalemelo e nngwe le e nngwe ha e etswa ha e thabise, e bohloko, empa hamorao bao e ba thapisitseng, e ba tlisetsa ditholwana tsa kgotso, tsa ho loka. Ka baka leo, phahamisang matsoho a lona a kgathetseng, le matlafatse mangwele a lona a rerekelang. Tsamaisang maoto a lona ditseleng tse otlolohileng, e le hore leoto le hlotsang le tle le se ke la nonyetseha, le mpe le fole. Pheellang ho phela le bohle ka kgotso le ka kgalalelo, hobane ntle ho yona ha ho ya tla bona Morena. Hlokomelang hore ho se be ya furallang mohau wa Modimo, esere ha mela sebabane se seng se ferekanyang, mme sa silafatsa ba bangata. Ho se be mang kapa mang eo e leng sehlola, kapa ya sa tshabeng Modimo jwaloka Esau, yena ya neng a fane ka ditokelo tsa boholo ba hae ba tswalo ho reka mothangwana wa sejo. Le a tseba kamoo hamorao, ha a ne a lokela ho newa tlhlohonolofatso, a ileng a lahlwa kateng, hobane o ne a sitwa ho etsolla seo a neng a ile a se etsa, leha a ne a leka ho etsa jwalo ka meokgo. Lona ha le a tla thabeng e ka angwang ka matsoho, e tukang malakabe, e lefifi, e ntsho, e hara sefefo, moo ho llang terompeta, ho utlwahalang le lentswe la ya buang. Ba neng ba le utlwa ba ile ba ikopela hore le mpe le kgaotse. Ba ne ba ke ke ba mamela taelo e reng: “Esita le phoofolo ha e ka thetsa thaba, e tla tlepetswa ka majwe.” Pono eo e ne e tshabeha hoo Moshe a ileng a re: “Ke tshohile, ke a thothomela.” Empa le tlile thabeng ya Sione, motseng wa Modimo ya phelang, e leng Jerusalema ya lehodimo, le ho diketekete tsa wona tsa mangeloi. Le tlile phuthehong ya matsibolo ao mabitso a wona a ngotsweng bukeng ya lehodimo; le tlile le ho Modimo, moahlodi wa batho bohle, le ho meya ya ba lokileng, ba fihletseng phetheho. Le tlile ho Jesu, mmoelanyi wa Modimo le batho ka selekane se setjha, eo madi a hae a hlwekisang, a buang ka matla ho feta madi a Abele. Hlokomelang, le se ke la hana ho mamela ya buang. Baiseraele ba ileng ba hana ho mamela, ha a ba lemosa a le lefatsheng, ha ba a ka ba phonyoha. Jwale ebe rona re ka phonyoha jwang, haeba re furalla ya re lemosang a le lehodimong? Mohlang oo lentswe la hae la na la reketlisa lefatshe, empa kajeno o boletse hona, a re: “Ke sa tla boela ke reketlisa lefatshe hanngwe hape; e seng lona feela, empa le lona lehodimo.” Jwale mantswe ana, “hanngwe hape”, a bolela ho tloswa ha dintho tse ka sisinngwang, tse bopilweng, hore ho tle ho sale tse ke keng tsa sisinngwa. Kaha re amohela mmuso o ke keng wa sisinngwa, a re leboheng, re sebeletse Modimo ka mokgwa o kgahlisang, ka tshabo le hlompho, hobane Modimo wa rona ke mollo o tjhesang lore! Le nne le ratane jwalokaha bana ba motho ba ratana. Se lebaleng ho amohela baeti, hobane, ka ho etsa jwalo, ba bang ba amohetse mangeloi ba sa lemohe. Hopolang ba ditlamong, jwaloka hoja le le ditlamong le bona; esita le ba hlekefetswang, hobane le lona le sa phela lefatsheng. Bohle ba hlomphe lenyalo, mme dikano tsa lona di bolokwe ka botshepehi. Modimo o tla ahlola dihlola le difebe. Bophelo ba lona bo se ke ba buswa ke ho rata tjhelete. Le kgotsofalle seo le nang le sona, hobane Modimo ka boyena o itse: “Ha nka ke ka o lahla, kapa ka o furalla.” Ke ka baka leo re leng sebete ho re: “Morena ke mothusi wa ka, nke ke ka tshaba letho. Motho a ka nketsang?” Hopolang batsamaisi ba lona ba le boleletseng lentswe la Modimo. Tadimang tsela eo ba phetseng ka yona, eo ba shweleng ka yona, mme le ba etsise tumelong ya bona. Le kajeno Jesu Kreste e ntse e le yena wa maobane, mme e tla nne e be yena kamehla yohle. Se kgelosweng ke dithuto disele, tsa mefutafuta. Ke ntho e ntle ha pelo ya motho e matlafatswa ka mohau wa Modimo, e seng ka melao e amanang le dijo, e se nang molemo ho ba e latelang. Re na le aletare, eo basebeletsi ba Tente ba se nang tokelo ya ho jela ho yona. Moprista e Moholo o tlisa madi a diphoofolo Sehalalelong e le nyehelo ka baka la sebe, empa ditopo tsa tsona di tjhesetswa kantle ho diahelo. Ke ka lebaka lena Jesu a ileng a hlokofaletswa kantle ho kgoro ya motse, e le hore a tle a halaletse setjhaba ka madi a hae. Kahoo a re mo kgahlanyetseng kantle ho diahelo, re ntse re jere sekgobo sa hae. Mona lefatsheng ha re na motse wa kamehla, empa re ipatlela motse o tlang ho tla. Ka baka leo, ka Jesu, a re se phetseng ho nyehella Modimo ka sehlabelo sa thoriso e tswang melomong e rokang lebitso la hae. Se lebaleng ho ba mosa le ho thusana, hobane ana ke wona mahlabelo a kgahlisang Modimo. Mamelang batsamaisi ba lona, le ipee tlasa bona. Ba a le hlokomela, kaha ba tla ikarabella ka lona. Etsang hore ba phethe hoo ka thabo, e seng ka maswabi, hobane ha ba etsa ka maswabi, hoo ho ke ke ha le tswela molemo wa letho. Re rapelleng. Re kgodisehile hore matswalo a rona a kgutsitse, hobane re rata ho ba le metsamao e metle dinthong tsohle. Haholoholo ke ipiletsa ho lona hore le etse jwalo, e le hore Modimo a tle a nkgutlisetse ho lona kapele. Modimo ya re fang kgotso, ya tsositseng Morena wa rona Jesu bafung, yena Jesu ya ileng a etswa modisa e moholo wa dinku ka madi a selekane se sa feleng, a ke a le fe tsohle tse molemo, tseo le di hlokang ho phetha thato ya hae. Tse mo kgahlisang a ke a di bope ka dipelong tsa rona, ka Jesu Kreste, ya lokelwang ke tlotla kamehla le mehla. A ho be jwalo! Bana beso, ke ipiletsa ho lona hore le mamelle mantswe ana a kgothatso, leha ke le ngoletse hakgutshwanyane. Tsebang hore ngwanabo rona Timothea o lokolotswe. Haeba a ka fihla ka nako, re tla tla le yena ho le hlwela. Dumedisang batsamaisi bohle ba lona le badumedi bohle. Ba Italia ba a le dumedisa. Mohau o ke o be le lona bohle. Nna Jakobo, mohlanka wa Modimo le wa Morena Jesu Kreste, ke dumedisa ba meloko e leshome le metso e mmedi, e qhalakaneng hohlehohle. Bana beso, ikukeng le le ba lehlohonolo, ha le feta hara diteko tsa mefutafuta, hobane le a tseba hore ho lekwa ha tumelo ya lona ho tswala mamello. Mamello e ke e hlahise mosebetsi o phethehileng, e le hore le be batho ba phethehileng ka ho tlala, ba sa hlokeng letho. Haeba e mong wa lona a hloka bohlale, a ke a bo kope ho Modimo ya fang bohle ka matsoho a mabedi, a sa kganane, mme o tla bo fuwa. Feela a bo kope ka tumelo, a sa belaele letho, hobane ya belaelang o tshwana le leqhubu la lewatle le tsokotswang ke moya. Motho ya jwalo a se ke a lekanya hore o tla fuwa letho ke Morena, hobane ke motho ya sa tsebeng moo a emeng teng, ya sa tsitsang ditseleng tsohle tsa hae. Ngwanabo rona ya eisehang a be motlotlo ha a phahamisetswa bodumeding. Ya ruileng le yena a be motlotlo ha a eiswa ka ho ba modumedi, hobane o tla fela jwaloka palesa ya jwang. Ha letsatsi le tjhaba ka lebatama la lona, bo a omella, palesa ya bona e wela fatshe, mme botle ba bona bo a fela. Le yena morui o tla fela jwalo, a ntse a le hara merero ya hae. Ho lehlohonolo motho ya mamellang teko, hobane ha a se a amohelehile, o tla fumana mofapahlooho wa bophelo, oo Morena a o tshepisitseng ba mo ratang. Ho se be motho, eo ekareng ha a le molekong, a re: “Ke lekwa ke Modimo.” Modimo ha a lekwe ke bobe, mme le yena ha a leke motho le ya mong. Empa e mong le e mong o lekwa ha a hulwa, mme a hohelwa ke ditakatso tsa hae. Jwale ha takatso e mpe e se e emere, e tswala sebe, mme ha sebe se se se phethehile, se tswala lefu. Bana beso ba ratehang, le se ke la ithetsa. Neo e nngwe le e nngwe e molemo, le mpho e nngwe le e nngwe e phethehileng, di tswa hodimo, di theoha ho Ramasedi, eo ho yena ho seng phetoho leha e le phifalo. Ka ho rata ha hae o re tswetse ka lentswe la nnete, re tle re be ho kang matsibolo hara dibopuwa tsa hae. Bana beso ba ratehang, tsebang hona: Motho ka mong eka kgona a utlwe kapele, empa a se ke a potlakela ho bua le ho halefa, hobane motho ya halefileng a ke ke a etsa ho lokileng pela Modimo. Ka baka leo, le lahle tsohle tse manyala le bokgopo bo fetisisang, mme ka boikokobetso le amohele lentswe la Modimo le jetsweng ka dipelong tsa lona, le nang le matla a ho le pholosa. Le be baphethi ba lentswe leo, e seng bautlwi feela, ba ithetsang ka bobona. Ha motho e le moutlwi wa lentswe la Modimo, empa e se mophethi wa lona, o tshwana le motho ya shebang tshobotsi ya hae ka seiponeng, mme ere hoba a itjhebe, a ikele, a lebale hanghang hore o ne a le jwang. Ya shebisisang molao o phethehileng wa tokoloho, ya pheellang ho wona, a sa fetohe moutlwi ya lebalang, empa e le mophethi wa mosebetsi, motho eo o tla fumana lehlohonolo ho seo a se etsang. Ha motho a nahana hore ke morapedi, feela a sa tshware leleme la hae, a ithetsa, borapedi boo ba hae ke ba lefeela. Borapedi bo hlwekileng, bo se nang sekodi mahlong a Modimo Ntata rona, ke bona: Ho tjhakela dikgutsana le bahlolohadi matshwenyehong a bona, le ho ipoloka re sa silafatswe ke tsa lefatshe. Bana beso, tumelo eo le nang le yona ho Jesu Kreste, Morena wa rona ya tlotlehang, le se ke la e kopanya le leeme. Ho ka etsahala hore phuthehong ya lona ho kene monna ya rwetseng lesale la kgauta, ya apereng tse mahadihadi, ho be ho kene le mofutsana ya apereng tse marantha. Ha le sheba ya apereng tse mahadihadi, ebe le re ho yena: “Wena, ako dule setulong sena se setle,” empa le re ho mofutsana: “Wena, ema mona,” kapa: “Dula fatshe mona maotong a ka,” na ha le etse kgethollo? Na ha le baahlodi ba ahlolang ka bokgopo? Mamelang, bana beso ba ratehang. Na hase Modimo ya kgethileng bao e leng mafutsana mahlong a lefatshe, hore e be barui tumelong, le majalefa a Mmuso oo a o tshepisitseng ba mo ratang? Empa lona le hlompholotse mofutsana. Na hase barui ba le hatellang, ba le hulelang makgotleng? Na hase bona ba nyefolang lebitso le letle la Kreste, leo le bitswang ka lona? Ha le fela le phetha molao wa sehlooho, o ngotsweng Mangolong, o reng: “Rata wa heno jwalokaha o ithata,” le etsa hantle. Empa ha le ena le leeme, le etsa sebe, mme molao o a le ahlola hobane le o tlotse. Ha motho a boloka molao wohle, haese feela ntlha e le nngwe eo a e tlolang, o molato wa ho tlola molao kaofela, hobane ya itseng: “O se ke wa feba,” o bile o itse: “O se ke wa bolaya.” Leha o sa febe, feela o bolaya, o tlotse molao. Dipuo le diketso tsa lona e be tsa batho ba tla ahlolwa ka molao wa tokoloho. Ya hlokileng mohau o tla ahlolwa ho se mohau, empa ya bileng mohau ha a tshabe ho ahlolwa. Bana beso, ho thusang hore motho a re o na le tumelo, empa a sa phethe mesebetsi ya yona? Na tumelo e jwalo e ka mo pholosa? Ha ngwanabo rona kapa kgaitsedi ya rona a hlobotse, mme a hloka dijo tsa letsatsi le leng le le leng, ho thusang hore e mong wa lona a re ho yena: “Ikele ka kgotso, o futhumale, o kgore,” feela a sa mo fa tse hlokahalang hore a phele? Ka mokgwa o jwalo, tumelo e se nang mesebetsi e shwele shwi! Empa e mong o tla re: “Wena o na le tumelo, nna ke na le mesebetsi.” Ako mpontshe tumelo ya hao e se nang mesebetsi, nna ke tla o bontsha tumelo ya ka ka mesebetsi ya ka. Ha ke re o dumela hore Modimo o mong feela? O etsa hantle; le bona bademona ba dumela jwalo, mme ba a thothomela. Wena motho ya sethoto, na o rata ho tseba hore tumelo e se nang mesebetsi e nyopile? Na ntata rona Aborahama ha a ka a lokafatswa ka mesebetsi, mohla a nyehelang ka mora wa hae Isaka aletareng? O a bona he, tumelo e ne e tlatsana le mesebetsi ya Aborahama, le mesebetsi ya hae e ne e etsa hore tumelo ya hae e phethehe, mme ho ile ha phethahala Mangolo a reng: “Aborahama o ile a dumela ho Modimo, mme hoo a ho ballwa e le ho loka,” a ba a bitswa motswalle wa Modimo. Kahoo le a bona hore motho o lokafatswa ka mesebetsi, e seng ka tumelo feela. Ho ile ha eba jwalo le ho Rahaba wa seotswa. Na ha a a ka a lokafatswa ka mesebetsi, mohla a amohelang dihlwela tsa Baiseraele, a ba a di kgutlisa ka tsela esele? Efela jwalokaha mmele o se nang moya o shwele, le yona tumelo e se nang mesebetsi e shwele. Bana beso, le se ke la iketsa baruti kaofela, kaha le a tseba hore rona re tla ahlolwa haboima ho feta. Bohle re wela diphosong hangata. Haeba e mong a sa fose ka dipuo tsa hae, eo ke motho ya phethehileng, ya tsebang ho itshwara bothong bohle ba hae. Ha re kenya ditomo ka melomong ya dipere, re a be re etsa hore di tle di re mamele, mme re di tsamaise kamoo re ratang kateng. Hape bonang le dikepe: Le hoja di le kgolo haholo, mme di sututswa ke difefo tse matla, empa di tsamaiswa ka lesokwana le lenyenyane, di ye moo mosoki a ratang hore di ye teng. Le leleme le jwalo. Le hoja e le setho se senyenyane, empa le ka ithorisa ka tse kgolo. Bonang kamoo tlhase ya mollo e hotetsang moru o moholo kateng! Leleme le lona ke mollo. Hara ditho tsa rona, le ka lefatshe la bokgopo, hoo le silafatsang botho bohle ba rona, le hotetse bophelo bohle ba rona; le hoteditswe ka mollo wa dihele. Mefuta yohle ya dibatana, ya dinonyana, ya dihahabi, le ya tse lewatleng, tsohle di ka thapiswa, ebile di thapisitswe ke bohlale ba motho, empa ha e le leleme, ha ho motho le ya mong ya ka tsebang ho le thapisa. Le kgopo hoo le ke keng la laolwa, le tletse mahloko a bolayang. Ka leleme re rorisa Morena, Ntata rona, mme ka lona re bile re rohaka batho bao e leng setshwantsho sa Modimo. Molomong o le mong ho tswa thoriso le thohako. Bana beso, ha ho a lokela ho ba jwalo. Na mohloding o le mong wa sediba ho ke ho kolle metsi a monate le metsi a babang? Bana beso, na feiye e ka beha ditholwana tsa mohlwaare, kapa morara tsa feiye? Ka mokgwa o jwalo, ha ho sediba se ka kollang metsi a letswai le metsi a monate. Ke mang hara lona, ya bohlale, ya nang le tsebo? Ka boitshwaro ba hae bo botle, a ke a bontshe hore mesebetsi ya hae e etswa ka boikokobetso bo dumellanang le bohlale. Empa haeba ka dipelong tsa lona le na le lefufa le lebe le moya wa dikgang, le se ke la ithorisa, la senya nnete ka ho bua leshano. Bohlale bo jwalo hase bo tswang hodimo, ke ba lefatshe, ba botho, ba bodemona. Moo lefufa le dikgang di leng teng, ho na le meferefere le mesebetsi e kgopo. Empa bohlale bo tswang hodimo, pele ho tsohle, bo hlwekile; hape bo na le kgotso le mosa, bo bonolo, bo tletse lereko le ditholwana tse molemo; ha bo na leeme, ha bo iketsise. Ditholwana tsa ho loka di jalwa ka kgotso ke ba etsang kgotso. Dintwa le diqabang tse hara lona di bakwa keng? Na ha di bakwe ke ditakatso tse mpe tse lwanang ka ho lona? Le a lakatsa, empa ha le fumane. Le a bolaya, le na le mohono, empa ha le atlehe. Le a qabana, le a lwana; ha le fumane letho, hobane ha le kope ho Modimo. Le a kopa, empa ha le fumane letho, hobane le kopa ka mokgwa o mobe, hore le tle le kgotsofatse ditakatso tsa lona. Lona bakwenehi, na ha le tsebe hore ho etsa setswalle le lefatshe ke bora ho Modimo? Mang le mang ya ratang ho ba motswalle wa lefatshe o iketsa sera sa Modimo. Kapa le hopola hore Mangolo ha a bolele letho, ha a re: “Moya oo Modimo a o kentseng ho rona o o boulela haholo?” Empa Modimo o re neile mohau o moholo ka ho fetisa. Ke ka hona ho thweng: “Modimo o lwantsha ba ikgohomosang, athe baikokobetsi o a ba hauhela.” Ka baka leo, ikokobeletseng Modimo. Lwantshang Diabolosi, mme o tla le baleha. Atamelang ho Modimo, mme o tla atamela ho lona. Lona baetsadibe, hlatswang matsoho a lona; lona ba qeaqeang, hlwekisang dipelo tsa lona. Lemohang bosoto ba lona, le hlomohe, le bokolle; letsheho la lona le fetohe dillo, thabo ya lona e fetohe maswabi. Ikokobetseng pela Morena, mme o tla le phahamisa. Bana beso, le se ke la buana hampe. Ya buang ngwanabo hampe, kapa ya mo ahlolang, o bua molao hampe, mme o a o ahlola. Haeba o ahlola molao, ha o sa le ya phethang molao, empa o se o le ya ahlolang. O mong feela moetsi wa molao le moahlodi: Ke ya nang le matla a ho pholosa le ho timetsa. Ebe wena o mang o ka ahlolang wa heno? Mamelang, lona ba reng: “Kajeno kapa hosasane re tla ya motseng o itseng, moo re tla hlola teng selemo sohle, re hwebe, re tle re rue.” Ha le tsebe hore na la hosasane le tla le tlela le eng, kapa bophelo ba lona bo tla ba jwang, hobane le tshwana feela le mohodi, o bonahalang nakwana, o nto nyamela. Bakeng sa ho re: “Ha Morena a rata, re tla phela, re etse hona kapa hane,” jwale le a ikakasa, mme le a ithorisa. Boithoriso bohle bo jwalo bo bobe. Ka baka leo, ya tsebang ho etsa ho hotle, empa a sa ho etse, o etsa sebe. Mamelang, lona barui, bokollang, le llele bosoto bo tlang ho le wela hodimo. Maruo a lona a se a bodile, le diaparo tsa lona di jelwe ke tshwele. Kgauta le silefera tsa lona di mafoome, mme mafoome a tsona e tla ba bopaki bo le ahlolang, a le je dinama jwaloka mollo. Le ipokelletse matlotlo mehleng ena ya bofelo. Bonang moputso wa basebetsi ba kotutseng masimo a lona, oo le sa kang la ba lefa wona, o a bua, mme dillo tsa bakotudi di fihlile ditsebeng tsa Morena wa mabotho. Le phetse menateng le menyakeng mona lefatsheng, la inontshetsa letsatsi leo ka lona le tla hlajwa jwaloka dinku. Le ahlotse ya lokileng, le mmolaile, mme ha a a ka a itwanela. Bana beso, mamellang ho fihlela Morena a kgutla. Bonang kamoo molemi a emelang ho fumana kotulo e ntle tshimong ya hae kateng. O lebella ka mamello ho fihlela ho ena pula ya selemo le ya hwetla. Le lona le mamelle, le tiye dipelo, hobane ho kgutla ha Morena ho haufi. Bana beso, e mong a se ke a lla ka e mong, hore le tle le se ke la ahlolwa. Moahlodi ke eo o se a le monyako. Bana beso, inkeleng mohlala wa ho tiisetsa mathata le ho mamella ho baporofeta, ba neng ba bua lebitsong la Morena. Bonang, ba mameletseng re re ba lehlohonolo. Le utlwile tsa mamello ya Jobo, mme le lemohile sepheo sa Morena, hobane Morena o tletse mohau le kutlwelobohloko. Ho feta tsohle, bana beso, le se ke la hlapanya leha e le ka lehodimo kapa ka lefatshe, leha e le ka mokgwa ofe kapa ofe. Ha le re “e”, le re “e”; ha le re “tjhe”, le re “tjhe”; e le hore le se ke la welwa ke kahlolo. Na hara lona ho teng motho ya mathateng? A ke a rapele. Na ho teng ya thabileng? A ke a bine difela. Na hara lona ho teng ya kulang? A ke a bitse baholo ba kereke, hore ba tle ba mo tlotse ka ole ba ntse ba mo rapella ka lebitso la Morena. Thapelo e etswang ka tumelo e tla fodisa mobabi, mme o tla tsoswa diphateng ke Morena. Ha a entse dibe, o tla di tshwarelwa. Motho ka mong a ipolele dibe ho ba bang, mme le rapellane, hore le tle le fole. Thapelo ya motho ya lokileng e matla haholo. Elia e ne e le motho jwaloka rona. Empa o kile a rapela ka matla hore pula e se ke ya na, mme ya se ke ya na lefatsheng leo ka dilemo tse tharo le dikgwedi tse tsheletseng. A boela a rapela, yaba lehodimo le nesa pula, mme lefatshe la medisa dijalo. Bana beso, ha e mong wa lona a fapohile nneteng, mme e mong a mo kgutlisitseng ho yona, tsebang hore eo ya kgutlisitseng moetsadibe tseleng ya hae e fapohileng, o tla mo pholosa lefung, a be a etse hore dibe tse ngatangata di tshwarelwe. Nna Petrose, moapostola wa Jesu Kreste, ke dumedisa bakgethwa, bao e leng bajaki ba qhalakaneng dinaheng tsa Pontose, Galatia, Kapadokia, Asia le Bithinia, ba kgethilweng ka morero wa Modimo Ntate, ba halaleditsweng ke Moya o Halalelang, e le hore ba tle ba mamele Jesu Kreste, mme ba fokwe ka madi a hae, ke re: Le ke le ekeletswe mohau le kgotso. Ho bokwe Modimo, Ntata Morena wa rona Jesu Kreste. Ka baka la boholo ba mohau wa hae, o re tswetse botjha ka tsoho ya Jesu Kreste bafung, hore re tle re be le tshepo e phelang, le lefa le se nang ho bola, leha e le ho silafala kapa ho pona. Ke lona lefa leo le le boloketsweng lehodimong. Ka baka la tumelo ya lona, matla a Modimo a le sireletsa ho le isa pholohong, e seng e loketse ho bonahatswa nakong ya bofelo. Le nyakaletse ke hona, leha hajwale le sa tshwanetse ho hlomoha ka nakwana, ka baka la ho lekwa ka mekgwa e mengata. Kahoo tumelo ya lona e tla bonahala e le ya sebele, ya bohlokwahadi ho feta kgauta e senyehang, leha le yona e lekwa ka mollo. Tumelo eo e tla le fumantsha thoriso, tlotla le hlompho, mohla Jesu Kreste a bonahatswang, yena eo le mo ratang le hoja le sa ka la mmona, mme le hona jwale le dumelang ho yena le hoja le eso mmone. Jwale le nyakaletse ka thabo e ke keng ya bolelwa, e tlotlehang, hobane le tla amohela moputso wa tumelo ya lona, e leng pholoho ya lona. Baporofeta, ba ileng ba porofeta tsa mohau oo le tla o newa, ba ile ba batla tsa pholoho eo, ba di fatisisa. Ba ile ba fuputsa hore na Moya wa Kreste, o neng o le ka ho bona, o supa nako efe, e jwang, ha o paka e sa le pele tsa ho hlokofatswa ha Kreste le tsa tlotla e tlang ho ho latela. Ba ile ba senolelwa hore ba ne ba sa itshebeletse, empa ba ne ba sebeletsa lona ka molaetsa oo le o tsebiswang jwale ke ba le bolellang wona, ka Moya o Halalelang, o romilweng o etswa lehodimong. Ke molaetsa oo le mangeloi a lakatsang ho o utlwisisa. Ka baka leo, itokisetseng ho sebeletsa, ka ho ba tjhatsi dikelellong, le be le boitshwaro, le ntse le tshepile ka ho tlala ho newa mohau, mohla Jesu Kreste a bonahatswang. Le le bana ba mamelang, le se ke la latela ditakatso tsa lona tsa kgale, ha le ne le sa hloka tsebo. Jwalokaha ya le bitsitseng a halalela, le lona le halalele metsamaong yohle ya lona, hobane ho ngotswe, ho thwe: “Le halalele, hobane le nna ke a halalela.” Haeba le rapela Modimo e le Ntata lona, yena ya ahlolang motho ka mong ka ho ya ka mesebetsi ya hae, a sa ye ka tshobotsi, eka kgona le phele ka tshabo nakong ya bojaki ba lona mona lefatsheng. Tsebang hore hase ka dintho tse senyehang, tse kang kgauta le silefera, le ileng la lopollwa metsamaong ya lona ya bosawana, eo le e nkileng ho bo-ntata lona, empa ke ka madi a bohlokwa, a kang a konyana e se nang sekodi, leha e le letheba, e leng a Kreste. O ne a kgethwe ke Modimo lefatshe le eso thewe, feela a bonahatswa dinakong tsena tsa bofelo ka baka la lona. Ke ka yena le dumelang ho Modimo ya mo tsositseng bafung, a ba a mo nea tlotla, e le hore tumelo le tshepo ya lona di tle di be ho Modimo. Kaha le hlwekisitse meya ya lona ka ho mamela nnete, mme le rata bana babo lona ka lerato le se nang boikaketsi, ratanang ka dipelo tsohle, ka lerato le mofuthu. Le tswetswe botjha, e seng ka peo e bolang, empa ka e sa boleng, e leng lentswe la Modimo le phelang, le sa feleng, hobane: “Batho bohle ba jwaloka jwang, le tlotla yohle ya bona e jwaloka palesa ya jwang. Jwang bo a pona, palesa ya bona e foforehe, empa lentswe la Modimo le tla hlola kamehla.” Lentswe lena ke Molaetsa o Molemo oo le o boleletsweng. Ka baka leo, lahlang bobe bohle, le mano wohle, le boikaketsi, le mohono, le diketseletso tsohle. Jwaloka masea a sa tswa hlaha, lakatsang lebese le hlwekileng la lentswe la Modimo, e le hore ka lona le tle le hodisetswe pholohong, ha feela le latswitse molemo wa Morena. Tloong ho eo e leng lejwe le phelang, le lahlilweng ke batho, empa le kgethilweng ke Modimo, e le la bohlokwa. Tloong le le majwe a phelang, a sebediswang ho haha tempele ya moya. Le be baprista ba halalelang, ba nyehellang Modimo ka mahlabelo a moya, a amohelehang ho yena ka Jesu Kreste; etswe Mangolo a re: “Sione ke bea lejwe la mantlha, le kgethehileng, la bohlokwa, mme ya dumelang ho lona ha a ka ke a hlajwa ke dihlong.” Ka baka leo, ho lona ba dumelang ke la bohlokwa, empa ho ba sa dumelang, ho thwe: “Lejwe le lahlilweng ke dihahi, le fetohileng lejwe la mantlha, ke lejwe le tla ba kgopa, lefika le tla ba thula.” Ba sa dumeleng lentswe la Modimo ba a kgoptjwa: hona ke kabelo ya bona. Empa lona le moloko o kgethehileng, le baprista ba Morena, le mofuta o halalelang, le setjhaba seo a se ruileng. Le kgethetswe ho bolela dintle tsa ya le ntshitseng lefifing, a le bitsetsa leseding la hae le hlollang. Pele le ne le se setjhaba, empa jwale le setjhaba sa Modimo; le ne le sa hauhelwa, empa jwale le hauhetswe. Baratuwa, le le baeti le bajaki, ke le kgothaletsa hore le lahle ditakatso tsa botho, tse lwantshanang le moya. Le be le metsamao e metle hara bahedene, e tle ere ha ba bona mesebetsi ya lona e metle, ba tlotlise Modimo mohla letsatsi la kahlolo, le hoja jwale ba ntse ba le bua hampe, ba re le etsa tse mpe. Ka baka la Morena, ikokobeletseng ditaelo tsohle tsa batho: e ka ba tsa kgosi e phahametseng bohle, kapa tsa babusisi ba beilweng ke kgosi ho otla ba etsang tse mpe, le ho rorisa ba etsang tse ntle. Ke thato ya Modimo hore, ka ho etsa tse ntle, le fedise dipuo tsa bowatla, tsa dithoto. Le phele ka bolokolohi; feela le se ke la bo sebedisa e le lesira le patang bobe, le mpe le phele le le bahlanka ba Modimo. Hlomphang batho bohle, ratang badumedi, tshabang Modimo, hlomphang kgosi. Lona bahlanka, ikokobeletseng beng ba lona ka tshabo yohle; e seng ba lokileng le ba mosa feela, empa le bona ba kgopo. Ke ntho e ntle ha motho, ka baka la ho tshaba Modimo, a ka mamella mahlomola, a se na molato. Le ka ithorisa jwang ha le mamella dikotlo hobane le entse dibe? Empa ha le mamella mahloko, leha le ntse le etsa tse ntle, hona ho hotle mahlong a Modimo. Ke seo le se bitseditsweng, hobane Kreste le yena o ile a hlokofatswa ka baka la lona, mme a le siela mohlala, hore le tle le hate mehatong ya hae. Ha a a ka a etsa sebe, le thetso ha e a ka ya tswa molomong wa hae. Ha a hlapaolwa, ha a a ka a busetsa; ha a hlokofatswa, ha a a ka a sokela motho, empa o ile a ipea matsohong a Moahlodi ya lokileng. Yena, ka mmele wa hae, o ile a isa dibe tsa rona sefapanong, hore re tle re shwe ka nqeng ya sebe, mme re phele ka nqeng ya ho loka. Ke yena eo le fodisitsweng ke maqeba a hae. Le ne le lahlehile jwaloka dinku, empa jwale le kgutletse ho Modisa le Mookamedi wa meya ya lona. Le lona basadi, le ikokobeletse banna ba lona, e le hore ha ho le teng ba bang ba banna ba lona ba sa dumeleng lentswe la Modimo, ba tle ba sokolohe ka baka la metsamao ya lona feela, le ntse le itholetse, ka ho hlokomela metsamao ya lona e hlwekileng, e hlomphehang. Mokgabo wa lona e se ke ya eba o bonwang, jwaloka meriri e lohilweng, mekgabiso ya kgauta le diaparo tse ntlehadi. Mokgabo wa lona o sa senyeheng o tswe botebong ba dipelo tsa lona, e leng moya wa mosa le kgutso, oo e leng ntho ya bohlokwa ho Modimo. Mehleng ya kgale basadi ba halalelang, ba neng ba tshepile Modimo, ba ne ba ikgabisa ka ho ikokobeletsa banna ba bona. Mohlala ke Sara ya neng a mamela Aborahama, mme a mmitsa “Monga ka”. Lona le fetohile baradi ba hae ka ho etsa tse ntle, le se na tshabo efe kapa efe. Le lona banna, le phedisane le basadi ba lona, le ntse le tseba hore ba fokola ho le feta. Le ba hlomphe hobane le bona, hammoho le lona, ke majalefa a bophelo boo Modimo a le neang bona. Etsang hona e le hore dithapelo tsa lona di tle di se ke tsa sitiswa. Ke qetella ka ho re lona bohle le be pelonngwe, le utlwelane bohloko, le ratane jwaloka bana ba motho, le be mosa, le ikokobetse. Se busetseng bobe ka bobe, kapa tlhapa ka tlhapa, empa le hlohonolofatse, hobane Modimo o le bitseditse ho ja lefa la mahlohonolo, hobane ho thwe: “Ya ratang ho phela, le ho bona matsatsi a thabo, a tshware leleme la hae ho bua tse mpe, le molomo wa hae ho bua thetso. A furalle bobe, a etse botle, a batle kgotso, a e pheelle, hobane mahlo a Morena a tadima ba lokileng, le ditsebe tsa hae di mamela thapelo tsa bona; sefahleho sa hae se sosobane se sosobanetse ba etsang bobe.” Haeba le thahasella nnete, ke mang ya ka le etsang hampe? Empa haeba batho ba le hlokofaletsa ho loka ha lona, le lehlohonolo. Le se ke la ba tshaba, mme le se ke la ferekana, empa dipelong tsa lona le hlomphe Kreste, eo e leng Morena. Kamehla le itokisetse ho ikarabella ho bohle ba le botsang tsa tshepo eo le nang le yona. Empa etsang hona ka mosa le ka hlompho, matswalo a lona a kgutsitse, e le hore ba buang hampe ka metsamao ya lona e metle, ya Bokreste, ba tle ba hlajwe ke dihlong ke diketseletso tseo tsa bona. Ho molemo ho hlokofaletswa ho etsa tse ntle, haeba e le thato ya Modimo, ho ena le ho hlokofaletswa ho etsa tse mpe. Kreste le yena o shwetse dibe tsa lona hanngwe, ya lokileng a shwela ba sa lokang, e le hore a tle a le tlise ho Modimo. O ile a bolawa ka nqeng ya mmele, empa a kgutlisetswa bophelong ka Moya; a ba a ya phatlalletsa meya e tjhankaneng molaetsa o molemo. Ke meya e neng e sa ka ya mamela Modimo, ha yena a ne a e mameletse halelele mehleng eo Nowe a neng a haha areka ka yona. Ka areka, ba seng bakae feela, e leng ba robedi, ba ile ba pholoswa metsing. Metsi ana ke setshwantsho sa kolobetso e re pholosang jwale. Kolobetso hase ho hlatsuwa ditshila tsa mmele, empa ke ho itlama ho Modimo ka letswalo le kgutsitseng. E le pholosa ka tsoho ya Jesu Kreste, ya nyolohetseng lehodimong, ya leng ka letsohong le letona la Modimo, mme ya busang mangeloi, le bookamedi bohle, le matla wohle. Erekaha Kreste a ile a mamella mahloko mmeleng, le lona imatlafatseng ka maikutlo a tshwanang le a hae, hobane ya mameletseng mahloko mmeleng o kgaohane le sebe, e le hore ditshiung tse mo saletseng lefatsheng a se hlole a phelela ditakatso tsa botho, empa a phelele thato ya Modimo. Le bile le nako e lekaneng le ntse le phetha tse ratwang ke bahedene, ka ho phela ka bokgopo, ditakatso tse mpe, botahwa, botlofa dijong le dinong, le ka ditshebeletso tsa medimo ya bohata, tse sa dumeleheng. Ba a makala, ebile ba a le nyefola, ha le se le sa kgeme le bona bophelong boo bo hlaha ka ho fetisisa. Ba tla ikarabella ho ya seng a loketse ho ahlola ba phelang le ba shweleng. Ke kahoo le bona bafu ba ileng ba phatlalletswa molaetsa o molemo, e le hore, leha ka nqeng ya botho ba se ba ahlotswe jwaloka batho bohle, ka nqeng ya moya ba tle ba phelele Modimo. Qetello ya dintho tsohle e atametse. Ebang le boitshwaro, mme le fadimehele ho rapela. Ho feta tsohle le ratane ka lerato le mofuthu, hobane lerato le tlosa dibe tse ngata. E mong le e mong a amohele baeti a sa kganane. Ka ho ya ka neo eo a e filweng ke Modimo, motho ka mong a ke a sebeletse ba bang jwaloka moabi ya kgabane wa mohau wa Modimo, o iponahatsang ka mekgwa e mengata. Ya buang a bue tsa Modimo; ya sebeletsang a sebeletse ka matla ao a a filweng ke Modimo; e le hore Modimo a tle a tlotliswe dinthong tsohle ka Jesu Kreste, eo tlotla le matla e leng tsa hae kamehla le mehla. A ho be jwalo! Baratuwa, le se ke la makala ha le le hara mollo wa teko, jwalokaha eka ke mohlolo. Thabo ya lona e ke e lekane le kabelo eo le nang le yona mahlokong a Kreste, e le hore le tle le thabe, le nyakalle, mohla tlotla ya hae e bonahatswang. Ha le hlapaolwa ka baka la lebitso la Kreste, le lehlohonolo, hobane Moya o tlotlehang, Moya wa Modimo, o ho lona. Ho se be teng hara lona ya hlokofatswang kahobane e le mmolai, kapa leshodu, kapa sesenyi, kapa ya itshunyakang ditabeng tsa ba bang. Empa ya hlokofatswang kahobane e le Mokreste, a se ke a ba dihlong, a mpe a tlotlise Modimo ka baka la lebitso leo. E se e le nako ya hore kahlolo e qale, mme e qale ka ba ntlo ya Modimo. Jwale ha e le moo e qala ka rona, qetello ya ba sa dumeleng molaetsa o molemo wa Modimo yona e tla ba jwang? “Haesita le ya lokileng a pholoha ka thata, monyefodi le moetsadibe ba tla fella kae?” Ha ho le jwalo he, ba hlokofatswang ho ya ka thato ya Modimo ba ipee paballong ya Mmopi ya tshepahalang, ka ho etsa tse ntle. Ke kgothatsa baholo ba leng teng hara lona, nna ke le e mong wa bona, ke bile ke le paki ya mahloko a Kreste, ke ena le kabelo tlotleng ya hae e tlang ho bonahatswa. Alosang mohlape wa Modimo o bodiseng ba lona. Le o hlokomele ka boithaopo, ka mokgwa o ratwang ke Modimo, e seng ka ho qobellwa; e be ka lerato, e seng ka ho ipatlela maruo ka mano. Ba beilweng tlhokomelong ya lona, le se ke la ba busa ka thata, le mpe le be mohlala ho mohlape wa lona. Etlare mohla Modisa wa badisa a iponahatsang, le tla amohela mofapahlooho wa tlotla, o sa senyeheng. Ka mokgwa o jwalo, lona ba batjha, ikokobeletseng ba baholo. Lona bohle, ebang le maikutlo a boikokobetso, le ikokobetse e mong ho e mong, hobane: “Modimo o lwantsha ba ikgohomosang, athe baikobobetsi o a ba hauhela.” Jwale le ikokobetse katlasa letsoho le matla la Modimo, e le hore a tle a le phahamise ka nako e lokelang. Ditsietsi tsohle tsa lona le di rolele ho yena, hobane ke yena ya le baballang. Ebang le boitshwaro, le fadimehe. Diabolosi, sera sa lona, o solla jwaloka tau e purumang, a ntse a batla eo a ka mo harolang. Itwaneleng le tiile tumelong; tsebang hore mahloko a tshwanang le a lona a ntse a hlahela bana babo lona bohle, lefatsheng lohle. Modimo wa mehauhelo yohle, ya le bitseditseng tlotleng ya hae e sa feleng, ka Kreste, etlare hoba le hlokofatswe ka nakwana, yena ka sebele o tla le etsa ba phethehileng. O tla le tiisa, a le matlafatse, a etse hore le se ke la sisinyeha. Ho yena e ke e be matla kamehla yohle. A ho be jwalo! Ke le ngoletse hakgutshwanyane ka thuso ya Silefanose, eo ke mo tadimang e le ngwanabo rona ya tshepahalang, ho le kgothatsa le ho paka hore mohau ona ke wona wa nnete, wa Modimo. Tiisetsang ho wona. Kereke e Babilona, e kgethilweng jwaloka lona, e a le dumedisa; le yena Mareka, ngwana ka, o a dumedisa. Dumedisanang ka kako e halalelang. Kgotso e ke e be le lona bohle ba leng ho Kreste. Nna Simone Petrose, mohlanka le moapostola wa Jesu Kreste, ke dumedisa ba amohetseng tumelo ya bohlokwa jwaloka rona, ka baka la ho loka ha Jesu Kreste, Modimo le Mopholosi wa rona, ke re: Le ke le ekeletswe mohau le kgotso ka ho tseba Modimo le Jesu, Morena wa rona. Matla a hae a bomodimo a re neile dintho tsohle tseo e leng tsa bophelo le tsa borapedi, ka ho re fa tsebo e tletseng ya ya re bitsitseng ka tlotla ya hae le ka matla a hae. Ka tsena o re neile dintho tsa bohlokwa, tse kgolo, tseo a neng a re tshepisitse tsona, e le hore ka tsona le tle le be le kabelo bomodimong ba hae, mme le phonyohe bokgopong bo teng lefatsheng, bo bakwang ke ditakatso tse mpe. Ka baka lena, lekang ka matla ho eketsa tse kgabane tumelong ya lona, le eketse tsebo, ho tse kgabane tsa lona, mme tsebong ya lona le eketse boitshwaro, boitshwarong le eketse mamello, mamellong le eketse borapedi, borapeding le eketse setswalle sa boena, mme setswalleng sa boena le eketse lerato. Ha le ena le tsena ka bongata, ha le sa tla ba batho ba se nang thuso, ba nyopileng tsebong ya Morena wa rona Jesu Kreste. Ya se nang tsena ke sefofu se phopholetsang lefifing, ebile o lebetse le hore nakong e fetileng o ile a hlatsuwa dibe tsa hae. Ka baka leo, bana beso, itekeng ka matla hore pitso le kgetho ya lona e tiye. Ka ho etsa jwalo, ha le ka ke la hlola le wela phosong. Ka mokgwa o jwalo le tla newa tokelo e tletseng ya ho kena Mmusong o sa feleng wa Jesu Kreste, Morena le Mopholosi wa rona. Ke ka baka lena, ke ikemiseditseng ho le hopotsa dintho tsena kamehla, le hoja le di tseba, le bile le tiisitswe nneteng eo le seng le ena le yona. Ke fumana ho lokela hore, ha ke sa ntsane ke phela, ke nne ke le tsose ka ho le hopotsa, hobane ke a tseba hore haufinyane ke tla falla bophelong bona, jwalokaha Morena wa rona Jesu Kreste a ntsebisitse. Hape ke tla leka kahohle hore, ha ke se ke faletse, le tle le nne le hopole dithuto tsena kamehla. Ha re le tsebisa tsa matla a Morena wa rona Jesu Kreste le tsa ho tla ha hae, re ne re sa bue ka ditshomo tse qapilweng ka bohlale, empa re ne re bua re le dipaki tse boneng botlotlehi ba hae. O ne a amohele hlompho le tlotla e tswang ho Modimo Ntate, ha lentswe le tswang boholong bo tlotlehang ba Modimo, le re: “Enwa ke Mora wa ke eo ke mo ratang, ya nkgahlang.” Lentswe lena ra na ra le utlwa le etswa lehodimong, re ena le yena thabeng e halalelang. Re bile re na le lentswe la baporofeta, le tshepahalang haholo, leo e ka bang hantle hore le le ele hloko, hobane le jwaloka lebone le kganyang lefifing, ho fihlela mesong ya Letsatsi lela, mohla Mphatlalatsane e tjhabelang dipelong tsa lona. Empa tsebang sena pele: Ha ho ya ka hlalosang boporofeta bo Mangolong a halalelang ka boyena feela, hobane ha ho eso be boporofeta bo kileng ba tla ka thato ya motho le ka mohla, empa e bile ka ho susumetswa ke Moya o Halalelang batho ba ileng ba bolela tse tswang ho Modimo. Setjhabeng sa Iseraele le teng ho bile le baporofeta ba bohata. Ka mokgwa o jwalo ho tla ba le baruti ba bohata hara lona, ba tla tlisa ka sekgukgu dithuto tse kgelohileng, tse isang timelong. Ba tla be ba latole Morena ya ba lopoletseng, mme ka hona ba itlisetse timelo ka potlako. Ba bangata ba tla ba latela tseleng ya bokgopo, mme ka baka la bona tsela ya nnete e tla nyefolwa. Ka baka la meharo ya bona ba tla le hanyapetsa ka dipolelo tseo ba iqapetseng tsona. E se e le kgale moahlodi wa bona a ba emetse, mme motimetsi wa bona ha a kgalehe. Modimo ha a a ka a qenehela mangeloi a entseng sebe, empa o ile a a dihela diheleng, madumeleng a lefifi, moo a boloketsweng letsatsi la kahlolo. Hape Modimo ha a a ka a qenehela lefatshe la kgale, empa o ile a tlisa morallo wa metsi lefatsheng la ba kgopo; a mpa a pholosa Nowe, ya neng a phatlalatsa tsa ho loka, le ba bang ba supileng. Hapehape Modimo o ile a ahlola metse ya Sodoma le Gomora ka ho e tjhesa lore! Hona ya eba mohlala wa se tla hlahela ba kgopo. Empa o ile a pholosa Lota, monna ya lokileng, ya neng a tennwe ke boitshwaro bo manyala ba batho bao ba kgopo. Ka matsatsi wohle, pelo ya monna eo ya lokileng, ya neng a phela hara bona, e ne e tshwenngwa ke ho bona le ho utlwa diketso tsa bona tse kgopo. Morena o tseba ho ntsha ba lokileng molekong, empa ba kgopo o ba bolokela kotlo ya mohla letsatsi la kahlolo, haholoholo ba buswang ke ditakatso tse ditshila tsa nama, ba nyefolang borena ba Modimo. Ke ba itshepang, ba ikgopolang, ba sa tshabeng ho nyefola mangeloi a tlotlehang; athe mangeloi, a ba fetang ka boholo le ka matla, wona a ke ke a ba qosa ho Morena ka ho ba nyefola, hore ba tle ba ahlolwe. Empa batho bao, ba kang diphoofolo tse hlokang kelello, tse bopetsweng ho tshwaswa le ho bolawa, ba nyefola dintho tseo ba sa di tsebeng. Ba tla timetswa jwaloka diphoofolo, ba amohele moputso wa bokgopo boo ba bo entseng. Boithabiso ba bona ke ho qeta letsheare lohle ba le meketeng ya dijo le dino. Ke tlontlollo le mahlabisadihlong hore ba je le lona, athe ba ithabisa ka mekgwa ya bona e kgelosang. Mahlo a bona a tsoma bofebe kamehla, ba lakatsa sebe hoyahoile, ba tshwasa ba fokolang, dipelo tsa bona di tletse meharo. Ke batho ba rohakehileng. Ba kgelohile tsela e nepahetseng, mme ba lahlehile ka ho latela tsela ya Bileame, mora wa Bosore, ya neng a hohelwa ke moputso wa bokgopo, empa o ile a kgalemellwa phoso ya hae, ha tonki, ntho e sa tsebeng ho bua, e bua jwaloka motho, mme e thibela bohlanya ba moporofeta. Batho bao ba jwaloka didiba tse psheleng, ba jwaloka maru a fefolwang ke sefefo; ba boloketswe lefifi le letsho. Dipuo tsa bona ke tsa boikgohomoso, tsa mafeela; ka ditakatso tse kgopo tsa nama, ba tshwasa ba sa tswa phonyoha ho ba phelang bokgelohing. Ba tshepisa batho bolokolohi, athe bona ke makgoba a ditlwaelo tse bodileng, hobane motho ke lekgoba la se mo hlotseng. Haeba batho ba ile ba phonyoha tshilafatsong ya tsa lefatshe ka ho tseba Jesu Kreste, Morena le Mopholosi wa rona, empa jwale ba boela ba tshwaswa, ba hlolwa hape ke tsona. Ba jwalo ditaba tsa bona tsa morao di ba mpe ho feta tsa pele. Ho ka be ho bile molemo ho bona, hoja ba ne ba sa ka ba tseba tsela ya ho loka, ho ena le hore, ha ba se ba e tsebile, ba kwenehele ditaelo tse halalelang tseo ba di neilweng. Se ba hlahetseng se bontsha hore maele ana ke a nnete, a reng: “Ntja e boetse e kgutletse mahlatseng a yona,” le a reng: “Kolobe e qetang ho itlhatswa e boetse ya ipitika seretseng.” Baratuwa, lengolo lena leo ke le ngollang lona jwale, e se e le la bobedi. Ho wona a mabedi ke ne ke tsosa maikutlo a lona a hlwekileng ka ho le hopotsa. Hopolang he tse neng di bolelwe e sa le pele ke baporofeta ba halalelang, le ditaelo tse tswang ho Morena le Mopholosi wa rona, tseo le neng le di newe ke baapostola ba lona. Pele ho tsohle tsebang hona: Mehleng ya bofelo ho tla tla basomi ba laolwang ke ditakatso tsa bona, ba some, ba re: “E kae tshepiso ya hore o tla kgutla? Haesale bo-ntata rona ba ithoballa, dintho tsohle di ntse di tshwana le mohla di hlolwang.” Ka ho rialo ba tla be ba itebatsa ka boomo hore, kgalekgale, ka taelo ya Modimo, mahodimo a bile teng, le lefatshe le ntshitsweng metsing, le ntseng le le hara metsi. Ke ka metsi ana lefatshe la mehleng eo le ileng la kwahelwa, mme la timela. Empa ha e le mahodimo le lefatshe la kajeno, di boloketswe ho tjheswa, ho ya ka yona taelo eo, mohla letsatsi la kahlolo, ha ho timetswa batho ba kgopo. Feela, baratuwa, ntho eo le sa tshwanelang ho e lebala ke ena: Ho Morena letsatsi le le leng le jwaloka dilemo tse sekete, mme le dilemo tse sekete di jwaloka letsatsi le le leng. Morena ha a diehe ho phethahatsa ditshepiso tsa hae, jwalokaha ba bang ba lekanya hore o a dieha. Empa o a le mamella, hobane ha a rate ha ho ka timela leha a le mong, empa o rata hore bohle ba bake. Letsatsi la Morena le tla fihla jwaloka leshodu. Mohlang oo mahodimo a tla fela ka lerata le tshabehang. Dintho di tla qhibidiswa ke motjheso, mme lefatshe le tsohle tse ho lona di tla fediswa. Ha e le moo dintho tsohle di tla fediswa jwalo, lona eka kgona le halalele haholo metsamaong le borapeding ba lona, ha le ntse le lebeletse letsatsi la Modimo, mme le etsa hore le tle ka potlako; e leng leo ka lona mahodimo a tla fediswa ka mollo, mme dintho di qhibidiswe ke motjheso. Ka ho ya ka tshepiso ya Modimo, re lebeletse mahodimo a matjha le lefatshe le letjha, moo ho loka ho ahileng teng. Ka baka leo, baratuwa, ha le ntse le lebeletse tseo, etsang ka matla hore Modimo a le fumane le se na letheba leha e le sekodi, le ena le kgotso. Tadimang mamello ya Morena wa rona e le pholoho ya lona, kamoo le yena Paulosi, ngwanabo rona ya ratehang, a le ngoletseng kateng, ka bohlale boo a bo neilweng. Mangolong wohle a hae, a amanang le ditaba tsena, o bua jwalo. Ho wona ho teng tse thata ho utlwisiswa, tseo ba sa rutehang le ba fokolang dikelellong ba di sothang, jwalokaha ba etsa Mangolong a mang, mme ba ye timelong. Jwale lona baratuwa, erekaha le lemositswe e sa le pele, itlhokomeleng, le se ke la hohelwa ke batho ba kgopo, ba kgelohileng, la tloha la lahlehelwa ke ho tiya ha lona. Le mpe le hole mohaung le tsebong ya Jesu Kreste, Morena le Mopholosi wa rona. Ho yena e be tlotla jwale le kamehla yohle. A ho be jwalo! Re le ngolla tsa Lentswe la bophelo, le bileng teng ho tloha tshimolohong, leo re ileng ra le utlwa, ra le bona ka mahlo a rona, ra le boha, ra ba ra le ama ka matsoho a rona. Bophelo boo bo ile ba iponahatsa, mme ra bo bona. Kahona re a bo paka, mme re le bolella tsa bophelo bo sa feleng, bo neng bo le ho Ntate, mme bo iponahaditseng ho rona. Seo re ileng ra se bona, le seo re ileng ra se utlwa, re le bolella sona, e le hore le lona le tle le phedisane le rona, mme ho phedisana ha rona le lona ke ho phedisana le Ntate le Mora wa hae, Jesu Kreste. Re le ngolla tsena hore le tle le thabe, mme thabo ya lona e be e tletseng. Molaetsa oo le ileng la o utlwa ho Mora wa hae, oo re le bolellang wona, ke ona: Modimo ke lesedi, mme ho yena lefifi ha le yo ho hang. Haeba re re re phedisana le yena, empa re phela lefifing, re leshano, mme ha re phethe tsa nnete. Empa haeba re phela leseding, jwalokaha le yena a le leseding, re a phedisana, mme madi a Jesu, Mora wa hae, a re hlwekisa dibe tsohle. Haeba re re ha re na sebe, re a ithetsa, mme nnete ha e yo ho rona. Ha re ipolela dibe tsa rona, Modimo o tla re tshwarela tsona, mme a re hlwekise bokgopo bohle, kaha o a tshepahala, mme o lokile. Haeba re re ha re eso etse sebe, re re o leshano, mme lentswe la hae ha le yo ho rona. Bana ba ka, ke le ngolla tsena hore le tle le se ke la etsa sebe. Empa haeba motho a ka etsa sebe, re na le mmuelli ya re buellang ho Ntate: ke Jesu Kreste, ya lokileng. Ke yena ya ikentseng nyehelo ka baka la dibe tsa rona; e seng tsa rona feela, empa le tsa lefatshe lohle. Seo re tsebang ka sona hore re a mo tseba, ke ha re boloka ditaelo tsa hae. Ya reng: “Ke a mo tseba,” empa a sa boloke ditaelo tsa hae, o leshano, ha a na nnete. Empa ya bolokang lentswe la hae, ke eo ruri lerato la Modimo le phethehileng ka ho yena. Sena ke seo re tsebang ka sona hore re phela ho yena. Ya reng o phela ho yena, eka kgona le yena a tsamaye kamoo Jesu a neng a tsamaya kateng. Baratuwa, taelo eo ke le ngollang yona hase e ntjha, empa ke taelo ya kgale, eo le bileng le yona ho tloha tshimolohong. Taelo eo ya kgale ke lentswe leo le neng le le utlwe. Leha ho le jwalo, ke taelo e ntjha eo ke le ngollang yona; hoo ke nnete ka ho yena le ka ho lona, kaha lefifi le se le ntse le feta, mme lesedi la nnete le se le kganya. Ya reng yena o leseding, empa a hloile ngwanabo, o sa ntsane a le lefifing le jwale. Ya ratang ngwanabo o phela leseding, mme ha ho letho ka ho yena le ka mo dihelang sebeng. Empa ya hloileng ngwanabo o lefifing; o tsamaya lefifing, ha a tsebe moo a yang teng, hobane lefifi leo le foufaditse mahlo a hae. Bana ba ka, ke le ngolla hobane le tshwaretswe dibe tsa lona ka baka la lebitso la Jesu. Lona bo-ntate, ke le ngolla hobane le tseba ya bileng teng ho tloha tshimolohong. Lona bahlankana, ke le ngolla hobane le hlotse E Mobe. Lona bana, ke le ngoletse hobane le tseba Ntate. Lona bo-ntate, ke le ngoletse hobane le tseba ya bileng teng ho tloha tshimolohong. Lona bahlankana, ke le ngoletse hobane le matla, mme le bolokile lentswe la Modimo ka ho lona, le bile le hlotse E Mobe. Le se ke la rata lefatshe le tsa lona. Haeba motho a rata lefatshe, lerato la Ntate ha le yo ka ho yena, hobane tsohle tsa lefatshe: ditakatso tsa botho, tse hohelang mahlo, le ho ikgantsha ka maruo, tsena hase tse tswang ho Ntate, empa ke tse tswang ho lefatshe. Lefatshe, mmoho le ditakatso tsa lona, le a fela, empa ya etsang thato ya Ntate o tla phela kamehla yohle. Bana ba ka, e se e le nako ya bofelo. Kamoo le utlwileng kateng hore Sera sa Kreste se a tla, hona jwale dira tsa Kreste di se di le teng ka bongata, mme ke ka hona re tsebang hore e se e le nako ya bofelo. Ke ba intshitseng ho rona, feela e ne e hlile e se ba rona, hobane hoja e ne e le ba rona, ba ka be ba ntse ba le ho rona. Jwale ba intshitse hore ho tle ho bonahatswe hore hase ba rona kaofela ha bona. Empa lona le na le Moya o Halalelang oo le o neilweng ke Kreste, mme bohle le tseba nnete. Ha ke a le ngolla hobane le sa tsebe nnete, empa ke hobane le e tseba, le tseba le hore ha ho leshano le ka tswang nneteng. Ya leshano ke ofe, haese ya latolang hore Jesu ke Kreste? Ya latolang Ntate le Mora ke yena Sera sa Kreste. Mang le mang ya latolang Mora, o latola le yena Ntate; ya pakang Mora, o paka le yena Ntate. Molaetsa oo le o utlwileng ho tloha tshimolohong le o boloke. Ha le ka boloka ka ho lona molaetsa oo le o utlwileng ho tloha tshimolohong, le lona le tla bolokeha ho Mora le ho Ntate. Seo a re tshepisitseng sona ke sena: Bophelo bo sa feleng. Ke le ngoletse tsena, e leng tse amanang le ba le kgelosang. Empa lona le amohetse Moya o Halalelang ho yena, o ntseng o phela ka ho lona, mme ha le hloke ho rutwa ke mang kapa mang. Erekaha Moya o Halalelang o le ruta tsohle, e leng nnete, e seng leshano, phelang ka ho Kreste, jwalokaha Moya o le rutile. Jwale he, bana ba ka, phelang ka ho Kreste, e le hore mohla a iponahatsang re tle re be sebete, re se ke ra ba dihlong, ra honyela, ha a se a le teng. Kaha le tseba hore o lokile, le lokela ho tseba hore mang le mang ya etsang tse lokileng o tswetswe ke yena. Bonang, Ntate o re ratile hakaakang, hore re be re bitswe bana ba Modimo, mme re fela re le bona. Ke ka lebaka lena lefatshe le sa re tsebeng, hobane ha le a ka la tseba Modimo. Baratuwa, jwale re se re le bana ba Modimo, empa seo re tlang ho ba sona ha se eso bonahatswe. Feela re a tseba hore, mohla Kreste a iponahatsang, re tla tshwana le yena, hobane re tla mmona kamoo a leng kateng. Mang le mang ya nang le tshepo ena ho yena, o a itlhwekisa, jwalokaha le yena a hlwekile. Mang le mang ya etsang sebe o tlola molao; sebe ke ho tlola molao. Le a tseba hore Kreste o tlile ho tlosa dibe, mme ha a na sebe. Mang le mang ya phelang ka ho yena, ha a sa etsa sebe, empa ya ntseng a etsa sebe ha a eso mmone, le ho mo tseba ha a mo tsebe. Bana ba ka, ho se be ya le kgelosang. Ya etsang tse lokileng o lokile, jwalokaha Kreste le yena a lokile. Ya ntseng a etsa sebe ke wa Diabolosi, hobane haesale Diabolosi a etsa sebe ho tloha tshimolohong. Seo Mora wa Modimo a se tletseng ke ho fedisa mesebetsi ya Diabolosi. Mang le mang ya tswetsweng ke Modimo, ha a sa etsa sebe, hobane bophelo ba Modimo bo ka ho yena. A ke ke a hlola a etsa sebe, hobane o tswetswe ke Modimo. Bana ba Modimo le bana ba Diabolosi ba bonahala tjena: Bohle ba sa etseng tse lokileng, kapa ba sa rateng bana babo bona, hase bana ba Modimo. Molaetsa oo le o utlwileng ho tloha tshimolohong o re re rataneng. Re se ke ra tshwana le Kaine, eo e neng e le wa E Mobe, mme a bolaya ngwanabo. O ne a mmolaelang? Ke hobane diketso tsa hae di ne di le mpe, empa tsa ngwanabo di ne di lokile. Le se ke la makala, bana beso, ha lefatshe le le hloile. Rona re a tseba hore re ntshitswe lefung, ra iswa bophelong, hobane re rata bana babo rona. Ya se nang lerato o ntse a le lefung. Mang le mang ya hloileng ngwanabo ke mmolai, mme le a tseba hore ha ho mmolai ya ka bang le bophelo bo sa feleng ka ho yena. Re tseba seo lerato le leng sona ka sena: Kreste o re teletse bophelo ba hae; le rona re tshwanetse ho tella bana babo rona bophelo ba rona. Ha motho a ena le maruo a lefatshe lena, mme a bona ngwanabo a hloka, empa a mo thatafaletsa pelo ya hae, lerato la Modimo le ka ba teng jwang pelong ya hae? Bana ba ka, lerato la rona e se ke ya eba la mantswe kapa la leleme feela, empa e be la diketso le la nnete. Ke ka lona re ka tsebang hore re fela re le ba nnete, mme matswalo a rona a tla kgutsa pela Modimo. Haeba matswalo a rona a re qosa, re a tseba hore Modimo o moholo ho feta matswalo a rona, mme o tseba tsohle. Baratuwa, haeba matswalo a rona a sa re qose, re ka tla ho Modimo ka sebete. Eng le eng eo re e kopang re tla e fuwa, hobane re boloka ditaelo tsa hae, mme re etsa se mo kgahlisang. Taelo ya hae ke ena: Re dumele lebitsong la Mora wa hae Jesu Kreste, mme re ratane jwalokaha a re laetse. Ya bolokang ditaelo tsa Modimo o phela ka ho Modimo, le Modimo o phela ka ho yena. Ka Moya o Halalelang oo Modimo a re neileng wona, re tseba hore Modimo o phela ka ho rona. Baratuwa, le se ke la dumela mang kapa mang ya reng o na le Moya. Le mpe le hlahlobe hore na moya oo wa bona o tswa ho Modimo, hobane hohle lefatsheng ho tletse baporofeta ba bohata. Le tla tseba moya o tswang ho Modimo ka sena: Moya o mong le o mong o pakang Jesu Kreste ya tlileng e le motho, o tswa ho Modimo; athe moya o mong le o mong o sa pakeng Jesu, ha o tswe ho Modimo. Moya o jwalo ke wa Sera sa Kreste, seo le utlwileng hore se a tla, se seng se bile se le teng hona jwale lefatsheng. Lona bana ba ka, le ba Modimo, mme le hlotse baporofeta bao, hobane ya nang le lona o moholo ho feta ya nang le lona o moholo ho feta ya nang le ba lefatshe. Bona ke ba lefatshe; kahoo ba bua tsa lefatshe, mme lefatshe le a ba mamela. Rona re ba Modimo. Ya tsebang Modimo o a re mamela, empa eo e seng wa Modimo ha a re mamele. Ke ka sena re tsebang moya wa nnete le moya wa bokgelohi. Baratuwa, a re rataneng, hobane lerato le tswa ho Modimo. Mang le mang ya nang le lerato o tswetswe ke Modimo, mme o tseba Modimo. Ya se nang lerato ha a tsebe Modimo, kaha Modimo ke lerato. Seo lerato la Modimo le bonahaditsweng ka sona ho rona ke sena: Modimo o ile a romela Mora wa hae ya inotshi lefatsheng, hore re tle re phele ka yena. Seo lerato le leng sona ke sena: hase hore ke rona ba ratileng Modimo, empa ke yena ya re ratileng, a ba a romela Mora wa hae, hore e be nyehelo ka baka la dibe tsa rona. Baratuwa, ha e le moo Modimo a re ratile jwalo, le rona re tshwanetse ho ratana. Ha ho ya kileng a bona Modimo le ka mohla. Ha re ratana, Modimo o phela ka ho rona, mme lerato la hae le phethehile ka ho rona. Seo re tsebang ka sona hore re phela ka ho yena, le yena o phela ka ho rona, ke sena: o re neile Moya wa hae. Rona re bone, mme re paka hore Ntate o romile Mora hore e be Mopholosi wa lefatshe. Mang le mang ya pakang hore Jesu Kreste ke Mora wa Modimo, Modimo o phela ka ho yena, le yena o phela ka ho Modimo. Rona re tsebile, ebile re dumetse lerato leo Modimo a nang le lona ho rona. Modimo ke lerato. Ya phelang leratong o phela ka ho Modimo, le Modimo o phela ka ho yena. Seo lerato le tla be le phethehile ka sona ka ho rona ke sena: re tla ba sebete mohla letsatsi la kahlolo, hobane bophelo ba rona lefatsheng bo tshwana le ba Kreste. Tshabo ha e yo leratong, empa lerato le phethehileng le qhala tshabo, hobane tshabo e tsamaya le kotlo. Ya nang le tshabo ha a a phetheha leratong. Rona re na le lerato, hobane yena o re ratile pele. Ha e mong a re: “Ke rata Modimo,” empa a hloile ngwanabo, o leshano, hobane ya sa rateng ngwanabo, eo a mmonang, ha a ka ke a rata Modimo eo a esong ho mmone. Taelo eo Kreste a re neileng yona ke ena: Ya ratang Modimo, eka kgona a rate le ngwanabo. Mang le mang ya dumelang hore Jesu ke Kreste o tswetswe ke Modimo, mme mang le mang ya ratang motswadi, o rata le tswala ya hae. Seo re tsebang ka sona hore re rata bana ba Modimo, ke ha re rata Modimo, mme re phetha ditaelo tsa hae. Seo lerato la Modimo le leng sona ke hore re boloke ditaelo tsa hae. Ditaelo tsa hae ha di boima. Bohle ba tswetsweng ke Modimo ba hlola lefatshe. Tlholo eo re hlolang lefatshe ka yona ke tumelo ya rona. Ke mang ya hlolang lefatshe, haese ya dumelang hore Jesu ke Mora wa Modimo? Ke yena Jesu Kreste ya tlileng ka metsi le ka madi; e seng ka metsi feela, empa ka metsi le ka madi, mme ke Moya o Halalelang o pakang hona, hobane Moya ke nnete. Dipaki tse tharo di teng: ke Moya, metsi le madi, mme tse tharo tsena di a dumellana. Ha e le mona re amohela bopaki ba batho, bopaki ba Modimo bo matla ho feta, mme bopaki ba Modimo ke bona: o paketse Mora wa hae. Ya dumelang ho Mora wa Modimo o na le bopaki boo ka ho yena. Ya sa dumeleng ho Modimo, o re Modimo o leshano, kaha a sa dumela bopaki boo Modimo a paketseng Mora wa hae ka bona. Jwale bopaki boo ke bona: Modimo o re neile bophelo bo sa feleng, mme bophelo bona re bo fumana ka Mora wa hae. Ya nang le Mora o na le bophelo boo; ya se nang Mora wa Modimo ha a na bophelo boo. Lona ba dumetseng lebitsong la Mora wa Modimo, ke le ngoletse tsena, hore le tle le tsebe hore le na le bophelo bo sa feleng. Re ka ya ho Modimo ka sebete, hobane, ha re kopa ho hong ho ya ka thato ya hae, o a re utlwa. Jwale, kaha re tseba hore o a re utlwa ha re kopa, re a tseba hore tseo re di kopang ho yena e se e ntse e le tsa rona. Ha motho a bona ngwanabo a etsa sebe se sa bolayeng, a mo rapelle, mme Modimo o tla mo fa bophelo. Ke bua ka ba etsang sebe se sa bolayeng. Sebe se teng se bolayang; hase seo ke reng motho a rapelle ngwanabo ka baka la sona. Tsohle tse sa lokang ke sebe, empa ho na le sebe se sa bolayeng. Re a tseba hore mang le mang ya tswetsweng ke Modimo ha a sa etsa sebe, hobane Mora wa Modimo o a mmoloka, mme E Mobe a ke ke a mo etsa letho. Re a tseba hore re ba Modimo, le hore lefatshe lohle le pusong ya E Mobe. Hape re a tseba hore Mora wa Modimo o tlile, mme o re neile kutlwisiso, hore re tle re tsebe Modimo wa nnete. Re phela ka ho Modimo wa nnete, ka ho Mora wa hae, Jesu Kreste. Yena ke Modimo wa nnete, ke bophelo bo sa feleng. Bana ba ka, itlhokomeleng medimong ya bohata. Nna, moholo wa Kereke, ke dumedisa mofumahadi ya kgethilweng, le bana ba hae, bao ke ba ratang kannete. Ha ba ratwe ke nna feela, empa ba ratwa le ke bohle ba tsebang nnete. Ke ba rata ka baka la nnete e ka ho rona, e tla nne e be ka ho rona kamehla yohle. Ke re: Mohau, le lereko, le kgotso ya Modimo Ntate le ya Morena Jesu Kreste, Mora wa Ntate, di ke di be le lona ka nnete le ka lerato. Ke ile ka itumela haholo, hobane ke fumane ba bang ba bana ba hao ba tsamaya nneteng, jwalokaha re laetswe ke Ntate. Jwale ke a o kopa, mofumahadi, ke re a re rataneng. Ka ho rialo ha ke o ngolle taelo e ntjha, empa ke taelo eo re bileng le yona ho tloha tshimolohong. Seo lerato le leng sona ke hore re tsamaye ka ditaelo tsa hae. Taelo eo esaleng le e utlwa ho tloha tshimolohong ke hore le phele ka lerato. Hohle lefatsheng ho tletse bathetsi, ba sa pakeng hore Jesu o ile a tla e le motho. Ya buang jwalo ke yena mothetsi le Sera sa Kreste. Itlhokomeleng, esere la lahlehelwa ke tseo le di sebeleditseng, le tle le mpe le amohele moputso o tletseng. Mang le mang ya kgelohang, ya sa kgomareleng thutong ya Kreste, Modimo ha a yo ka ho yena, empa ya kgomarelang thutong ya Kreste, ke yena eo Ntate le Mora ba leng ka ho yena. Haeba e mong a ka tla ho lona, feela a sa tlise thuto ena, le se ke la mo amohela malapeng a lona, leha e le hona ho mo dumedisa. Ya mo dumedisang o iketsa molekane wa hae mesebetsing ya hae e kgopo. Ke sa na le tse ngata, tseo nka le bolellang tsona, empa ha ke rate ho di ngola; feela ke tshepa hore ke tla le etela, ke tle ke bue le lona re shebane, e le hore thabo ya rona e tle e be e tletseng. Bana ba ngwaneno ya kgethilweng ba a o dumedisa. Nna, moholo wa Kereke, ke dumedisa Gaiose, motswalle wa ka, eo ke mo ratang kannete. Motswalle, ke rapela hore o phele hantle, mme o atlehe dinthong tsohle, jwalokaha o atlehile ho tsa moya. Ke ile ka itumela haholo ha badumedi ba bang ba etla, mme ba paka kamoo o tsamayang nneteng kateng. Ha ho ntho e nthabisang ho feta ho utlwa hore bana ba ka ba tsamaya nneteng. Motswalle, seo o se etsetsang badumedi, le hoja e le baditjhaba, o se etsa ka botshepehi. Ba pakile lerato la hao pontsheng ya phutheho e mona, mme e tla ba o entse hantle ha o ka ba thusa leetong la bona, ka mokgwa o tla kgahlisa Modimo. Ba kene leetong lena ka baka la lebitso la Kreste, ba sa amohele thuso efe kapa efe ho bahedene. Rona re tshwanetse ho thusa batho ba jwalo, e le hore re tle re sebeletse nnete mmoho le bona. Ke se ke ngoletse phutheho lengolo, empa Dioterefese, ya ratang ditulo tse kapele, ha a re amohele. Ka baka lena, mohla ke tlang, ke tla hlahatsa mesebetsi ya hae yohle. O re etseletsa ka dipuo tse mpe. Ha tsena di sa mo kgotsofatse, o hana ho amohela badumedi, ebile o thibela le ba ratang ho ba amohela, mme o ba leleka phuthehong. Motswalle, o se ke wa latela mehlala e mebe, o mpe o latele e metle. Ya etsang tse ntle ke wa Modimo; ya etsang tse mpe ha a eso ka a tseba Modimo. Bohle ba paka Demetriose; le nnete e a mo paka. Le rona re paka jwalo, mme o a tseba hore bopaki ba rona ke ba nnete. Ke ne ke sa na le tse ngata tseo nka o bolellang tsona, empa ha ke rate ho o ngolla tsona; feela ke tshepa ho o bona haufinyane, mme ke tla bua le wena re shebane. Kgotso e ke e be le wena. Metswalle ya rona e a o dumedisa. Le wena dumedisa metswalle ka mabitso. Nna Juda, mohlanka wa Jesu Kreste, le ngwanabo Jakobo, ke a le dumedisa, lona ba bitsitsweng, ba ratilweng ke Modimo Ntate, mme ba bolokwa ke Jesu Kreste, ke re: Le ke le ekeletswe lereko, le kgotso, le lerato. Baratuwa, ke ne ke tjhesehela ho le ngolla ka ho pholoswa hoo e leng ha rona bohle. Jwale ka ikutlwa ke tlameha ho le ngolla, ke le kgothatsa ho lwanela tumelo e neilweng bahalaledi hanngwe feela. Ho na le batho ba bang ba keneng hara lona ka sekgukgu, bao kahlolo ya bona e leng kgale e ngotswe. Ke ba kgopo, ba nkang mohau wa Modimo wa rona e le tumello ya ho etsa tse manyala; ke ba latolang Monga rona ya inotshi, le Morena wa rona Jesu Kreste. Le hoja le se le tseba tsena tsohle ka ho tlala, ke rata ho le hopotsa hore, e ne e re hoba Morena a pholose setjhaba sa hae naheng ya Egepeta, hamorao o ile a fedisa ba sa kang ba dumela. Esita le mangeloi a sa kang a tiisetsa boemong ba wona, a furaletseng leaho la wona, o a boloketse kahlolo ya Letsatsi le leholo, a le ditlamong tse sa feleng, lefifing. Ho bile jwalo le ho baahi ba Sodoma le Gomora, le ba metse e ka mathoko. Le bona ba ile ba ineela bohlola, mme ba lakatsa dibopuwa disele. Metse ena e ileng ya welwa ke kotlo ya mollo o sa feleng, ke mohlala o ka bonwang ke bohle. Ka mokgwa o jwalo le bona batho bana ba lorang, ba silafatsa mmele ya bona, ba nyedisa borena ba Modimo, ba nyefola mangeloi a tlotlehang. Empa le lengeloi le leholo Mikaele, mohla le neng le tsekisana setopo sa Moshe le Diabolosi, ha le a ka la mo ahlola ka thohako, feela le itse: “Morena a ke a o kgalemele.” Batho bana ba nyefola tseo ba sa di tsebeng. Le tseo ba di tsebang ka tlhaho, jwalokaha le diphoofolo tse se nang kutlwisiso di di tseba, ba itimetsa ka tsona. Ba madimabe hakaakang! Ba latetse tsela ya Kaine. Ba itihetse phosong ya Bileame ka baka la ho ipatlela moputso. Ba timetse ka baka la ho hanyetsa jwaloka Kora. Ke bona ba silafatsang mekete ya lona ya Bakreste ka ho ja ba se na dihlong, ba hopotse dimpa tsa bona feela. Ke maru a se nang pula, a fefolwang ke moya. Ke difate tse sa beheng, esita le ka nako ya hwetla, tse shweletseng ruri, tse fothotsweng. Ke maqhubu a befileng a lewatle, a tlokomang lekweba la dihlong tsa bona. Ke dinaledi tse lelerang, tse boloketsweng lefifi le letsholetsho, ka ho sa feleng. Ke ka bona batho bana Henoke, wa moloko wa bosupa ho tloha ho Adama, a ileng a porofeta, a re: “Bonang, Morena o tla le mangeloi a hae a halalelang, a diketekete, ho tla ahlola bohle, le ho kgalemella bohle ba kgopo mesebetsi yohle ya bona e kgopo, le dipolelo tsohle tse mpe, tseo baetsadibe bao ba kgopo ba mo sitetsweng ka tsona.” Batho bana ke bakomakomi, bakganani, ba laolwang ke ditakatso tsa bona, bao melomo ya bona e buang tsa boikgohomoso, ba yang ka tshobotsi ho iphumanela tsa bona. Lona baratuwa, le mpe le hopole dipolelo tse boletsweng e sa le pele ke baapostola ba Morena wa rona Jesu Kreste. Ba itse ho lona: “Mehleng ya bofelo ho tla tla basomi ba laolwang ke ditakatso tsa bona tse kgopo.” Batho bana ba baka dikarohano; ke ba lefatshe, ba se nang Moya wa Modimo. Ha e le lona, baratuwa, ikaheng hodima motheo wa tumelo ya lona, e halalelang haholo, le ntse le rapela ka thuso ya Moya o Halalelang. Ipolokeng leratong la Modimo, le ntse le lebeletse hore mohau wa Morena wa rona Jesu Kreste o le ise bophelong bo sa feleng. Hauhelang ba qeaqeang; le ba pholose ka ho ba tshola mollong. Ba bang bona le ba hauhele, empa le ntse le ena le tshabo; le hloye esita le seaparo se silafaditsweng ke bona. Ho ya nang le matla a ho le boloka hore le se ke la kgoptjwa, le a ho le hlahisa kapela tlotla ya hae le se na sekodi, le nyakaletse, ho Modimo ya inotshi, Mopholosi wa rona ka Jesu Kreste, Morena wa rona, e be tlotla, le boholo, le matla, le borena, tseo a bileng le tsona pele ho dinako, le jwale, le kamehla yohle. A ho be jwalo! Tsena ke tseo Jesu Kreste a re senoletseng tsona, a di neilwe ke Modimo, hore a tle a bontshe bahlanka ba hae tse tshwanelang ho etsahala haufinyane. Kreste o ile a di tsebisa mohlanka wa hae Johanne, ka ho mo romela lengeloi. Johanne ke yena ya pakileng tsohle tseo a di boneng, a di paka e le lentswe la Modimo le bopaki ba Jesu Kreste. Ho lehlohonolo ya balang, ya mamelang mantswe a boporofeta bona, mme ya bolokang tse ngotsweng, hobane nako ya tsona e se e atametse. Nna Johanne, ke dumedisa dikereke tse supileng tse Asia, ke re: Le ke le newe mohau le kgotso ke ya leng teng, ya bileng teng, ya tlang ho tla; le ke meya e supileng e emeng kapele ho terone ya hae; le ke Jesu Kreste, eo e leng yena paki e tshepahalang, wa pele ya tsohileng bafung, le mmusi wa dikgosi tsohle tsa lefatshe. Ho ya re ratileng, ya re hlatswitseng dibe ka madi a hae, ya re entseng mmuso le baprista ba sebeletsang Modimo Ntatae, e be tlotla le matla, kamehla le mehla. A ho be jwalo! Ke eo a etla a le hara maru, mme mahlo a bohle a tla mmona, esita le bona ba mo hlabileng, mme meloko yohle ya lefatshe e tla mo llela. E! A ho be jwalo! “Ke nna Alfa le Omega,” ho rialo Morena Modimo, ya leng teng, ya bileng teng, ya tlang ho tla, ya matla wohle. Nna Johanne, ngwanabo lona, ke le molekane wa lona ho Jesu matshwenyehong, le mmusong, le tiisetsong, ke ne ke le sehlekehlekeng se bitswang Patamose, ka baka la ho bolela lentswe la Modimo le ho paka Jesu. Ka letsatsi la Morena, ka tlalwa ke Moya wa Modimo, mme kamora ka ka utlwa lentswe le phahameng, le kang modumo wa terompeta, le reng: “Seo o se bonang, o se ngole bukeng, mme o e romelle dikereke tse supileng, e leng e Efese, e Semirna, e Peregamose, e Thiatira, e Saredeise, e Filadelfia, le e Laodisea.” Ka reteleha ho bona hore na ke mang ya buang le nna, mme hoba ke etse jwalo, ka bona didulwana tsa mabone tsa kgauta tse supileng. Hara didulwana tsena ka bona e mong ya kang Mora Motho, ya apereng seaparo se phuphuthang, a itlamme sefubeng ka leqhama la kgauta. Hlooho le moriri wa hae di ne di le tshweu jwaloka boya bo bosweu, le jwaloka lehlwa, mme mahlo a hae a ne a le jwaloka malakabe a mollo. Maoto a hae a ne a benya jwaloka lethose le hlwekisitsweng seboping. Lentswe la hae le ne le le jwaloka modumo wa metsi a lewatle. Ka letsohong la hae le letona o ne a tshwere dinaledi tse supileng. Ka molomong wa hae ho ne ho etswa sabole e bohale, e sehang kamahohle. Sefahleho sa hae se ne se le jwaloka letsatsi ha le kganya haholo. Eare ha ke mmona, ka wela maotong a hae jwalokaha eka ke shwele. Yaba yena o bea letsoho la hae le letona hodima ka, o re: “Se tshabe, ke nna Wa Pele le Wa ho Qetela, ke nna ya phelang. Ke ne ke shwele, empa ke nna enwa ke phela kamehla le mehla. Ke tshwere dinotlolo tsa lefu le tsa Nqalo ya Bafu. “Ka baka leo, ngola tseo o di boneng, tse seng di etsahetse, le tse tlang ho etsahala kamorao ho tsena. Ha e le sephiri sa dinaledi tse supileng, tseo o di boneng ka letsohong la ka le letona, le sa didulwana tsa mabone tsa kgauta tse supileng, ke sena: Dinaledi tse supileng ke baruti ba dikereke tse supileng, le didulwana tsa mabone tse supileng ke dikereke tseo tse supileng.” “Ngolla moruti wa kereke e Efese, o re: “Tsena di bolelwa ke ya tshwereng dinaledi tse supileng ka letsohong la hae le letona, ya tsamayang hara didulwana tsa mabone tsa kgauta tse supileng, o re: Ke tseba mesebetsi ya hao, le boikgathatso ba hao, le tiisetso ya hao, le hore ha o ka ke wa mamella ba kgopo. O ile wa hlahloba ba reng ke baapostola, empa e se bona, mme wa fumana hore ba leshano. O tiiseditse, wa mamella matshwenyeho ka baka la lebitso la ka, wa se ke wa kgathala. “Leha ho le jwalo, seo ke se nyatsang ho wena ke hore ha o sa nthata jwaloka pele. Hopola he, hore na o wele ha o le hokae; o bake, mme o boele o phethe mesebetsi ya hao ya pele. Ho seng jwalo, ke tla tla ho wena, ke tlose sedulwana sa lebone la hao tulong ya sona, haeba o sa bake. Empa se molemo seo o nang le sona ke sena: O hloile mesebetsi ya balatedi ba Nikola, eo le nna ke e hloileng. “Ya nang le ditsebe a ke a utlwe seo Moya o Halalelang o se bolellang dikereke. Ya hlolang ke tla mo nea tokelo ya ho ja sefate sa bophelo, se ka paradeising ya Modimo.” “Ngolla moruti wa kereke e Semirna, o re: “Tsena di bolelwa ke eo e leng Wa Pele le Wa ho Qetela, ya ileng a shwa, a boela a phela, o re: Ke tseba matshwenyeho le bofutsana ba hao; leha ho le jwalo, o ruile. Ke tseba dinyefolo tsa ba reng ke Bajuda, empa e se bona, e le ba phutheho ya Satane. O se tshabe letho la tse tlang ho o hlokofatsa. Bona, Diabolosi o tla akgela ba bang ba lona tjhankaneng, e le hore le tle le lekwe, mme le hloriswe ka matsatsi a leshome. O tshepahale ho isa lefung; ke tla o nea mofapahlooho wa bophelo. “Ya nang le ditsebe a ke a utlwe seo Moya o Halalelang o se bolellang dikereke. Ya hlolang ha a ka ke a ntshwa kotsi ke lefu la bobedi.” “Ngolla moruti wa kereke e Peregamose, o re: “Tsena di bolelwa ke ya tshwereng sabole e bohale, e sehang kamahohle, o re: Ke tseba moo o ahileng teng: Ke moo terone ya Satane e leng teng. Empa o kgomaretse lebitsong la ka, mme ha o a ka wa latola tumelo ya hao ho nna, esita le mohla Antipase, paki ya ka e tshepahalang, a neng a bolaelwa ha habo lona, moo Satane a ahileng teng. “Leha ho le jwalo, ho na le tse seng kae tseo ke di nyatsang ho wena. Moo haeno, o na le ba kgomaretseng thutong ya Bileame, ya ileng a ruta Balake ho dihela bana ba Iseraele sebeng, ka ho re ba je tse hlabetsweng medimo ya bohata, ba etse le bohlola. Hape o na le ba bang ba kgomaretseng thutong ya balatedi ba Nikola. Baka he! Ho seng jwalo, ke tla tla ho wena kapele, mme ke tla ba lwantsha ka sabole e tswang ka molomong wa ka. “Ya nang le ditsebe a ke a utlwe seo Moya o Halalelang o se bolellang dikereke. Ya hlolang ke tla mo nea tokelo ya ho ja manna a patilweng. Ke tla mo nea lejwe le lesweu, mme lejweng leo ho tla ngolwa lebitso le letjha, leo ho seng motho ya le tsebang, haese feela ya le amohelang.” “Ngolla moruti wa kereke e Thiatira, o re: “Tsena di bolelwa ke Mora wa Modimo, eo mahlo a hae a kang malakabe a mollo, le maoto a hae a benyang jwaloka lethose, o re: Ke tseba mesebetsi ya hao, le lerato, le tumelo, le bosebeletsi, le tiisetso ya hao, mme mesebetsi ya hao ya ho qetela e feta ya pele ka bongata. “Leha ho le jwalo, seo ke se nyatsang ho wena ke hore o dumella Jesabele, mosadi ya reng ke moporofeta, ho kgelosa bahlanka ba ka, ka ho ba ruta ho etsa bohlola, le ho ja tse hlabetsweng medimo ya bohata. Ke mo file nako ya hore a bake, empa o hana ho bakela bohlola ba hae. Bona, ke mo akgela diphateng tsa bohloko, mme ba etsang bohlola le yena ke tla ba kenya matshwenyehong a maholo, haese ha ba ka bakela diketso tsa bona. Ke tla bolaya bana ba hae; dikereke tsohle di tla tseba hore ke nna ya bonang se ka mehopolong le ka dipelong tsa batho, mme ke putsa e mong le e mong wa lona ho ya ka mesebetsi ya hae. Empa ho lona bohle ba Thiatira ba sa amoheleng thuto ena, le ba sa tsebeng hoo ho thweng ke bofihla ba Satane, ke re: Ha ke le belese mojaro o mong hape. Feela le kgomarele ho seo le nang le sona, ho fihlela ke etla. “Ya hlolang, ya phethang mesebetsi ya ka ho isa qetellong, “ke tla mo nea matla hodima ditjhaba; o tla di busa ka lere la tshepe, a di pshatle jwaloka dinkgo tsa letsopa, “jwalokaha le nna ke neilwe matla ke Ntate. Ke tla mo nea le naledi ya meso. “Ya nang le ditsebe a ke a utlwe seo Moya o Halalelang o se bolellang dikereke.” “Ngolla moruti wa kereke e Saredeise, o re: “Tsena di bolelwa ke ya nang le meya e supileng ya Modimo, le dinaledi tse supileng, o re: Ke tseba mesebetsi ya hao, le hore o tumme ka hore o a phela, athe o shwele. Fadimeha, mme o matlafatse se ntseng se o saletse, se eso ka se shwella ruri, hobane ha ke a ka ka fihlela mesebetsi ya hao e phethehile mahlong a Modimo wa ka. Hopola he, kamoo o ileng wa amohela seo o se utlwileng kateng; se boloke, mme o bake. Haeba o sa fadimehe, ke tla tla ho wena jwaloka leshodu, mme ha o ka ke wa tseba nako eo ke tla tla ho wena ka yona. “Leha ho le jwalo, o sa na le ba seng bakae Saredeise ba sa kang ba silafatsa diaparo tsa bona. Ba tla mphelehetsa ba apere diaparo tse tshweu, hobane ba lokelwa ke hona. “Ya hlolang ke yena ya tla apeswa diaparo tse tshweu; ha nka ke ka hlakola lebitso la hae bukeng ya bophelo, mme ke tla mo paka pela Ntate le pela mangeloi a hae. “Ya nang le ditsebe a ke a utlwe seo Moya o Halalelang o se bolellang dikereke.” “Ngolla moruti wa kereke e Filadelfia, o re: “Tsena di bolelwa ke Ya Halalelang, ya nang le nnete, ya tshwereng senotlolo sa Davida, ha a butse, ha ho ya tla kwala, ha a kwetse, ha ho ya tla bula; “o re: Ke tseba mesebetsi ya hao. Bona, ke butse monyako kapela hao, oo ho seng ya ka o kwalang. Ke tseba hore o na le matlanyana feela, empa o ile wa boloka lentswe la ka, mme ha o a ka wa latola lebitso la ka. “Bona, ke tla o neela ba bang bao e leng ba phutheho ya Satane, ba reng ke Bajuda, empa e se bona, ba le leshano. Ke tla etsa hore ba tlo kgumama maotong a hao, mme ba tla tseba hore ke o ratile. Kahobane o ile wa boloka lentswe la ka ka mamello, le nna ke tla o boloka ka nako ya ho lekwa ho tlang ho hlahela lefatshe lohle, ho leka baahi ba lefatshe. “Ke tla tla kapele. Kgomarela ho seo o nang le sona, e le hore ho tle ho se ba ye ka o amohang mofapahlooho wa hao. “Ya hlolang ke tla mo etsa tshiya ka tempeleng ya Modimo wa ka, mme ha a ka ke a hlola a etswa ho yona. Hodima hae ke tla ngola lebitso la Modimo wa ka, le lebitso la motse wa Modimo wa ka, e leng Jerusalema e ntjha, e theohang lehodimong ho Modimo wa ka, le lebitso la ka le letjha. “Ya nang le ditsebe a ke a utlwe seo Moya o Halalelang o se bolellang dikereke.” “Ngolla moruti wa kereke e Laodisea, o re: “Tsena di bolelwa ke Amen, eo e leng paki e tshepahalang, ya nnete, mohlodi wa tsohle tse bopilweng ke Modimo, o re: Ke tseba mesebetsi ya hao; ha o bate, ha o tjhese. Hoja o no bata kapa o tjhesa! Erekaha o le foofo, o sa bate, o sa tjhese, ke tla o hlatsa ka molomo wa ka. “O re: Ke morui, ke ruile, ha ke hloke letho; empa ha o tsebe hore o soto, o madimabe, o futsanehile, o foufetse, mme o feela. Jwale ke o eletsa hore o ithekele ho nna kgauta e hlwekisitsweng mollong, e le hore o tle o rue. O ithekele le diaparo tse tshweu, e le hore o ikapese, bofeela ba hao bo dihlong bo tle bo se ke ba bonahala. O ithekele le setlolo sa mahlo, e le hore o tle o boele o bone. “Bohle bao ke ba ratang ke a ba kgalemela, mme ke a ba otla. Tjheseha he, mme o bake. Bona, ke eme monyako, mme ke a kokota. Haeba motho a ka utlwa lentswe la ka, mme a mpulela, ke tla kena ha hae, ke je le yena, le yena a je le nna. “Ya hlolang ke tla mo nea tokelo ya ho dula le nna teroneng ya ka, jwalokaha le nna ke hlotse, mme ke dutse le Ntate teroneng ya hae. “Ya nang le ditsebe a ke a utlwe seo Moya o Halalelang o se bolellang dikereke.” Kamorao ho tsena ka tadima, mme ka bona monyako o butsweng lehodimong. Lentswe lane la pele, le neng le bua le nna, le ka modumo wa terompeta, ka utlwa le re: “Nyolohela kwano, mme ke tla o bontsha tse tshwanetseng ho etsahala kamorao ho tsena.” Hanghang ka tlalwa ke Moya wa Modimo. Lehodimong ho ne ho beilwe terone, mme e mong a dutse hodima yona. Ya dutseng teroneng o ne a bonahala a phatsima jwaloka lehakwe la jasepere le la kareneleane, mme mookodi o neng o potapotile terone o ne o bonahala o ka lehakwe la emeraleda. Terone e ne e potapotilwe ke diterone tse mashome a mabedi a metso e mene, mme diteroneng tseo ho ne ho dutse baholo ba mashome a mabedi a metso e mene, ba apereng diaparo tse tshweu, ba rwetseng mefapahlooho ya kgauta dihloohong. Mahadima, le melumo, le letolo, di ne di betseha teroneng. Mabone a supileng a ne a tuka kapele ho terone: Ke meya e supileng ya Modimo. Kapele ho terone ho ne ho ka lewatle le kang kgalase, le benyang jwaloka lehakwe. Bohareng ba terone, le ho e potapota, ho ne ho ena le dibopuwa tse nne tse phelang. Di ne di ena le mahlo a mangatangata kapele le kamorao. Sebopuwa se phelang sa pele, se ne se tshwana le tau. Sebopuwa se phelang sa bobedi, se ne se tshwana le pohwana. Sebopuwa se phelang sa boraro, se ne se ena le sefahleho se kang sa motho. Sebopuwa se phelang sa bone, se ne se tshwana le ntsu e fofang. Se seng le se seng sa dibopuwa tseo tse nne tse phelang, se ne se ena le mapheo a tsheletseng, mme kantle le kahare ho wona ho ena le mahlo a mangatangata. Bosiu le motsheare di ne di sa kgaotse ho re: “O a halalela, o a halalela, o a halalela, Morena Modimo ya matla wohle, ya bileng teng, ya leng teng, ya tlang ho tla.” Ha dibopuwa tse phelang di isa tlotla, le hlompho, le teboho, ho ya dutseng teroneng, ho ya phelang kamehla le mehla, baholo ba mashome a mabedi a metso e mene ba itihela fatshe kapele ho ya dutseng teroneng, ba kgumamela ya phelang kamehla le mehla, mme ba akgela mefapahlooho ya bona kapele ho terone, ba ntse ba re: “Ho a o lokela, wena Morena le Modimo wa rona, ho amohela tlotla, le hlompho, le matla, hobane ke wena ya hlodileng dintho tsohle, ke ka thato ya hao di leng teng, di hlodilweng.” Ka letsohong le letona la ya dutseng teroneng, ka bona buka e ngotsweng kamahohle, e bitietsweng ka dibitielo tse supileng. Ka ba ka bona lengeloi le matla, le phatlalatsang ka lentswe le phahameng, le re: “Ke mang ya lokelang ho phetla buka le ho kgomarolla dibitielo tsa yona?” Empa ho ne ho se motho lehodimong, kapa lefatsheng, kapa botebong ba lefatshe, ya ka phetlang buka, leha e le ho e bala. Yaba ke lla habohloko, hobane ho sa ka ha fumanwa ya lokelang ho phetla buka, leha e le ho e bala. Empa e mong wa baholo a re ho nna: “O se ke wa lla. Bona, Tau ya leloko la Juda, Lehlomela la Davida, o hlotse. O tla phetla buka le ho kgomarolla dibitielo tse supileng tsa yona.” Jwale ka bona Konyana e emeng bohareng ba terone, e teetswe hare ke dibopuwa tse nne tse phelang, le ke baholo. Konyana e ne e bonahala eka e hlabilwe. E ne e ena le dinaka tse supileng le mahlo a supileng, e leng meya e supileng ya Modimo, e rometsweng lefatsheng lohle. Konyana ya tla, ya nka buka e letsohong le letona la ya dutseng teroneng. Eitse ha e nka buka, dibopuwa tse nne tse phelang, le baholo ba mashome a mabedi a metso e mene, ba itihela fatshe kapele ho Konyana. E mong le e mong o ne a tshwere harepa le lefiswana la kgauta le tletseng mokubetso, oo e leng dithapelo tsa bahalaledi. Ba ne ba bina sefela se setjha, ba re: “Ho a o lokela ho nka buka le ho kgomarolla dibitielo tsa yona, hobane o ile wa hlajwa, mme ka madi a hao wa lopollela Modimo batho ba meloko yohle, le ba dipuo tsohle, le ba ditjhaba tsohle, le ba mefuta yohle. O ba entse mmuso le baprista ba tla sebeletsa Modimo wa rona, mme ba buse lefatshe.” Ka tadima hape, mme ka utlwa mantswe a mangeloi a mangata, a potapotileng terone, le dibopuwa tse phelang, le baholo. Palo ya wona e ne e le dikete tsa diketekete. A ne a bua ka mantswe a phahameng, a re: “Konyana e hlabilweng e lokela ho amohela borena, le borui, le bohlale, le matla, le hlompho, le tlotla, le thoriso.” Le dibopuwa tsohle tse lehodimong, le tse lefatsheng, le tse botebong ba lefatshe, le tse lewatleng, tsohle tse ho tsona ka di utlwa di re: “Ho ya dutseng teroneng le ho Konyana e be thoriso, le hlompho, le tlotla, le matla, kamehla le mehla.” Yaba dibopuwa tse nne tse phelang di re: “A ho be jwalo!” Le baholo ba itihela fatshe, ba mo kgumamela. Jwale ka bona ha Konyana e kgomarolla sebitielo sa pele sa dibitielo tse supileng, mme ka utlwa se seng sa dibopuwa tse phelang, se bua ka lentswe le kang modumo wa letolo, se re: “Tloo!” Ka tadima, mme ka bona pere e tshweu, ya e palameng a tshwere seqha. Yaba o newa mofapahlooho, mme a tsamaya e le ya hlotseng, ya tla nne a hlole. Yare ha Konyana e kgomarolla sebitielo sa bobedi, ka utlwa sebopuwa sa bobedi se phelang, se re: “Tloo!” Yaba ho tswa pere e nngwe hape, e kgunong. Ya e palameng a newa matla a ho fedisa kgotso lefatsheng, e le hore batho ba tle ba bolayane. A ba a newa sabole e kgolohadi. Yare ha Konyana e kgomarolla sebitielo sa boraro, ka utlwa sebopuwa sa boraro se phelang, se re: “Tloo!” Ka tadima, mme ka bona pere e ntsho, ya e palameng a nkile sekala ka letsohong la hae. Ka utlwa ho kang lentswe le tswang hara dibopuwa tse nne tse phelang, le re: “Seroto sa koro se rekwa ka denare; diroto tse tharo tsa harese di rekwa ka denare, empa le se ke la senya ole le veine.” Yare ha Konyana e kgomarolla sebitielo sa bone, ka utlwa lentswe la sebopuwa sa bone se phelang, le re: “Tloo!” Ka tadima, mme ka bona pere e tshehla ba ditau, lebitso la ya e palameng e le Lefu, mme a setswe morao ke Nqalo ya Bafu. Yaba ba newa matla hodima karolo ya bone ya lefatshe, hore ba bolaye ka sabole, ka tlala, ka lefu, le ka dibatana tsa naha. Yare ha Konyana e kgomarolla sebitielo sa bohlano, katlasa aletare ka bona meya ya ba ileng ba bolawa ka baka la lentswe la Modimo, le ka baka la bopaki boo ba neng ba ena le bona. Ba howeletsa ka mantswe a phahameng, ba re: “Monghadi ya halalelang, wa nnete, ho sa setse nako e kae pele o re ahlolela, mme o lefeletsa madi a rona ho baahi ba lefatshe?” Yaba e mong le e mong wa bona o newa seaparo se sesweu, mme ba bolellwa hore ba ke ba bee butle ho se hokae, ho fihlela palo ya balekane ba bona ba bohlanka, le ya bana babo bona ba tla bolawa jwaloka bona, e phethahala. Jwale ka bona ha Konyana e kgomarolla sebitielo sa botshelela; tshisinyeho e kgolo ya lefatshe ya eba teng, letsatsi la ntshofala jwaloka lesela la bofifi, le entsweng ka boditse, kgwedi yohle ya tlerefala jwaloka madi, mme dinaledi tsa lehodimo tsa wela fatshe, jwalokaha sefate sa feiye se hlohlora ditholwana tsa sona tse eso butswe, ha se tsukutlwa ke sefefo. Lehodimo la meneha jwaloka buka ha e kwalwa, mme dithaba tsohle le dihlekehleke tsa suthiswa ditulong tsa tsona. Dikgosi tsa lefatshe, le mahosana, le balaodi ba mabotho, le barui, le dinatla, le bohle, e ka ba makgoba kapa balokollwa, ba ipata ka mahaheng le hara mafika a dithaba. Ba re ho dithaba le ho mafika: “Re weleng hodimo, le re pate, hore re se ke ra bonwa ke ya dutseng teroneng, le re phemise kgalefo ya Konyana, hobane letsatsi le leholo la kgalefo ya yona le fihlile, mme ke mang ya ka pholohang ho lona?” Kamorao ho tsena ka bona mangeloi a mane a eme diqoleng tse nne tsa lefatshe, a thibile meya e mene ya lefatshe, e le hore ho tle ho se be moya o fokang lefatsheng, kapa lewatleng, kapa sefateng sefe kapa sefe. Yaba ke bona lengeloi le leng le nyoloha botjhabela, le tshwere letshwao la Modimo ya phelang. Ka lentswe le phahameng la howeletsa mangeloi a mane a neilweng matla a ho senya lefatshe le lewatle, la re: “Le se ke la senya lefatshe, kapa lewatle, kapa difate, re eso ka re tshwaya bahlanka ba Modimo wa rona diphatleng tsa bona.” Ka utlwa ho bolelwa palo ya ba tshwailweng e le ba dikete tse lekgolo le mashome a mane a metso e mene, ba tswang melokong yohle ya bana ba Iseraele. Lelokong la Juda ho ne ho tshwailwe ba dikete tse leshome le metso e mmedi; lelokong la Rubene, ba dikete tse leshome le metso e mmedi; lelokong la Gade, ba dikete tse leshome le metso e mmedi; lelokong la Asere, ba dikete tse leshome le metso e mmedi; lelokong la Nafthali, ba dikete tse leshome le metso e mmedi; lelokong la Manase, ba dikete tse leshome le metso e mmedi; lelokong la Simeone, ba dikete tse leshome le metso e mmedi; lelokong la Levi, ba dikete tse leshome le metso e mmedi; lelokong la Isakare, ba dikete tse leshome le metso e mmedi; lelokong la Sebulone, ba dikete tse leshome le metso e mmedi; lelokong la Josefa, ba dikete tse leshome le metso e mmedi; lelokong la Benjamine, ba dikete tse leshome le metso e mmedi. Kamorao ho tsena ka tadima, mme ka bona letshwelehadi leo ho neng ho se motho ya ka le balang. E ne e le ba mefuta yohle, le ba meloko yohle, le ba ditjhaba tsohle, le ba dipuo tsohle, ba eme kapele ho terone le kapele ho Konyana, ba apere diaparo tse tshweu, ba tshwere makala a dipalema matsohong a bona. Ba ne ba howa ka mantswe a phahameng, ba re: “Tlholo ke ya Modimo wa rona ya dutseng teroneng, le ya Konyana.” Mangeloi wohle a neng a eme, a potapotile terone, le baholo, le dibopuwa tse nne tse phelang, a itihela fatshe ka difahleho, a kgumamela Modimo, a re: “Amen. Thoriso, le tlotla, le bohlale, le teboho, le hlompho, le borena, le matla di ke di be ho Modimo wa rona kamehla le mehla! Amen.” Jwale e mong wa baholo a mpotsa, a re: “Ke bo-mang baa ba apereng diaparo tse tshweu? Ba tswa kae?” Ka mo araba, ka re: “Monghadi, ho tseba wena.” A re ho nna: “Ke ba tswang matshwenyehong a maholo. Ba hlatswitse diaparo tsa bona, mme ba di sweufatsa ka madi a Konyana. “Ke ka lebaka leo ba emeng kapele ho terone ya Modimo, mme ba mo sebeletsa motsheare le bosiu ka tempeleng ya hae. Ya dutseng teroneng o tla ba sireletsa leahong la hae. Ha ba ka ke ba hlola ba lapa kapa ba nyorwa; ha ba sa tla tjheswa ke letsatsi, kapa lebatama lefe kapa lefe, hobane Konyana e bohareng ba terone e tla ba disa, e ba ise didibeng tsa metsi a bophelo. Modimo o tla hlakola meokgo yohle mahlong a bona.” Eitse ha Konyana e kgomarolla sebitielo sa bosupa, lehodimong ha kgutsa nako e ka bang halofo ya hora. Yaba ke bona mangeloi a supileng, a emeng kapele ho Modimo, a newa diterompeta tse supileng. Lengeloi le leng la tla, la ema pela aletare le tshwere pitsa ya kgauta eo ho tjhesetswang mokubetso ka ho yona. La newa mekubetso e mengata, hore le tle le nyehele ka yona, le ka dithapelo tsa bahalaledi bohle, hodima aletare ya kgauta e kapele ho terone. Mosi wa mokubetso, hammoho le dithapelo tsa bahalaledi, wa nyolohela ho Modimo o etswa letsohong la lengeloi. Yaba lengeloi le nka pitsa eo ho tjhesetswang mokubetso ka ho yona, le e tlatsa ka mollo o tswang aletareng, mme le e akgela lefatsheng. Ha eba le letolo, le medumo, le mahadima, le tshisinyeho ya lefatshe. Jwale mangeloi a supileng, a tshwereng diterompeta tse supileng, a itokisetsa ho di letsa. La pele la letsa terompeta, mme sefako le mollo, di tswakane le madi, tsa tsholohela lefatsheng. Karolo ya boraro ya lefatshe ya etjha, le karolo ya boraro ya difate ya etjha, le jwang bohle bo botala ba etjha. Lengeloi la bobedi la letsa terompeta, mme ho kang thaba e kgolo ya mollo o tukang ha akgelwa lewatleng. Karolo ya boraro ya lewatle ya fetoha madi, karolo ya boraro ya dibopuwa tse phelang lewatleng ya eshwa, le karolo ya boraro ya dikepe ya timetswa. Lengeloi la boraro la letsa terompeta, mme naledi e kgolo, e tukang jwaloka serumola, ya wa lehodimong. Ya wela hodima karolo ya boraro ya dinoka, le hodima didiba. Lebitso la naledi eo ke Lengana. Karolo ya boraro ya metsi ya baba jwaloka Lengana, mme batho ba bangata ba eshwa ka baka la ho nwa metsi ana a mabe. Lengeloi la bone la letsa terompeta, mme kotlo ya wela karolo ya boraro ya letsatsi, le karolo ya boraro ya kgwedi, le karolo ya boraro ya dinaledi; e le hore ho fifatswe karolo ya boraro ya tsona. Ha fifala karolo ya boraro ya motsheare le ya bosiu ka ho tshwana. Ka tadima, mme ka utlwa lentswe la ntsu e fofang hodimodimo sebakeng, e bua ka lentswe le phahameng, e re: “Ho madimabe! Ho madimabe! Ho madimabe baahi ba lefatshe, ka baka la medumo ya diterompeta tseo mangeloi a mang a mararo a seng a tla di letsa!” Jwale lengeloi la bohlano la letsa terompeta, mme ka bona naledi e nngwe e weleng lehodimong, e wetse lefatsheng. Naledi eo ya newa senotlolo sa mohohlo o se nang pheletso. Yaba e bula mohohlo o se nang pheletso, mme ka ho wona ha foqoha mosi o kang wa sebopi se seholo. Letsatsi le sebaka se hodimo tsa fifatswa ke mosi o tswang ka mohohlong. Ditsie tsa letheha mosing oo, mme tsa newa matla a tshwanang le a diphepheng. Feela tsa laelwa hore di se ke tsa senya jwang, kapa ditlama dife kapa dife, kapa difate dife kapa dife; di mpe di senyetse batho feela ba sa tshwauwang ka letshwao la Modimo diphatleng tsa bona. Tsa newa matla, e seng a ho ba bolaya, empa a ho ba hlokofatsa ka dikgwedi tse hlano. Ho hlokofatsa ha tsona ho tshwana le mahloko a phepheng ha e loma motho. Matsatsing ao batho ba tla ipatlela lefu, empa ba ke ke ba le fumana; ba tla lakatsa ho shwa, empa lefu le tla ba baleha. Ditsie tsena di ne di tadimeha jwaloka dipere tse lokiseditsweng ntwa, dihloohong e ne e ka di rwetse mefapahlooho ya kgauta, difahleho tsa tsona di le jwaloka tsa batho. Di ne di ena le meetse e kang moriri wa basadi, mme meno a tsona a ne a le jwaloka meno a ditau. Di ne di ena le ho kang tshepe e di sireletsang difuba, mme lerata la mapheo a tsona le ne le ka lerata la dikariki tse hulwang ke dipere tse ngata, tse mathelang ntweng. Di ne di ena le mehatla e tshwanang le ya diphepheng, e nang le metsu, mme di ena le matla a ho senyetsa batho ka mehatla ya tsona, ka dikgwedi tseo tse hlano. Di ne di buswa ke kgosi eo e leng lengeloi la mohohlo o se nang pheletso, le bitswang Abadone ka Seheberu, athe ka Segerike lebitso la lona ke Apoleone. Bomadimabe ba pele bo fetile. Bonang, kamorao ho mona bomadimabe bo sa tla tla habedi hape. Jwale lengeloi la botshelela la letsa terompeta, mme ka utlwa lentswe le tswang manakeng a mane a aletare ya kgauta, e kapele ho Modimo. La bolella lengeloi la botshelela le tshwereng terompeta, la re: “Lokolla mangeloi a mane a holehilweng nokeng e kgolo ya Euferatese.” Yaba ho lokollwa mangeloi ao a mane, a neng a se a itokiseditse hora, le letsatsi, le kgwedi, le selemo, e leng nako eo a tla bolaya karolo ya boraro ya batho ka yona. Palo ya dimphi tsa bapalami e ne e le makgolo a mabedi a dikete tsa dikete; ka utlwa ha ho bolelwa palo ya bona. Ponong eo dipere le bapalami ba tsona ba ne ba tadimeha tjena: Ba ne ba itshireleditse difuba ka dintho tse tshwanang le mollo, le lehakwe la safire, le sebabole ka mmala, mme dihlooho tsa dipere di ne di le jwaloka dihlooho tsa ditau, melomong ya tsona ho betseha mollo, le mosi, le sebabole. Karolo ya boraro ya batho ya bolawa ka dikotlo tsena tse tharo, e leng mollo, le mosi, le sebabole, tse betsehang melomong ya tsona. Matla a dipere tseo a melomong le mehatleng ya tsona. Mehatla ya tsona e tshwana le dinoha, e na le dihlooho tseo e senyang ka tsona. Ha e le batho ba sa kang ba bolawa ka dikotlo tsena, ha ba a ka ba bakela mesebetsi ya bona; ba nnile ba tswela pele ho kgumamela bademona, ditshwantsho tsa medimo ya bohata, tsa kgauta, le tsa silefera, le tsa lethose, le tsa lejwe, le tsa lehong, tse ke keng tsa bona, kapa tsa utlwa, kapa tsa tsamaya. Ha ba a ka ba bakela dipolao tsa bona, kapa boloi ba bona, kapa bohlola ba bona, kapa boshodu ba bona. Yaba ke bona lengeloi le leng le matla, le theoha lehodimong, le aparetswe ke leru. Hloohong le ne le rwetse mookodi, sefahleho sa lona se le jwaloka letsatsi, mme maoto a lona a le jwaloka ditshiya tsa mollo. Ka letsohong la lona le ne le tshwere bukana e phetlilweng. Lengeloi leo la hata hodima lewatle ka leoto la lehlakore le letona, le hodima lefatshe ka la le letshehadi, mme la howa ka lentswe le leholo, jwaloka tau ha e puruma. Hoba le howe, ha thwathwaretsa matolo a supileng. Ha matolo ao a supileng a se a thwathwareditse, yare ke re ke a ngola, ka utlwa lentswe le tswang lehodimong, le re: “Molaetsa wa matolo a supileng e be pinyane, o se ke wa o ngola.” Lengeloi leo ke ileng ka le bona le hata hodima lewatle le hodima lefatshe, la phahamisetsa letsoho la lona le letona lehodimong, la hlapanya ka ya phelang kamehla le mehla, ya hlotseng lehodimo le tsohle tse ho lona, le lefatshe le tsohle tse ho lona, le lewatle le tsohle tse ho lona, la re: “Tieho ha e sa tla ba teng. Ha matsatsi a hore lengeloi la bosupa le bue a se a fihlile, etlare ha le qala ho letsa terompeta, e tla ba sephiri sa Modimo se phethahetse, jwalokaha a ne a bolelle bahlanka ba hae, baporofeta.” Lentswe leo ke ileng ka le utlwa le etswa lehodimong la boela la bua le nna hape, la re: “Eya, o yo nka buka e phetlilweng, e ka letsohong la lengeloi le emeng hodima lewatle le hodima lefatshe.” Ka ya ho lengeloi, ka le kopa hore le nnee bukana. La re ho nna: “E nke, o e je. E tla o babela ka maleng, empa ka hanong e tla ba monate jwaloka mahe a dinotshi.” Ka nka bukana eo e letsohong la lengeloi, ka e ja. Ka hanong e ne e le monate jwaloka mahe a dinotshi, empa yare hoba ke e kwenye, ya mpabela ka maleng. Yaba ho thwe ho nna: “O sa tshwanela ho ya bolela molaetsa kapele ho ditjhaba tse ngata, le mefuta e mengata, le ba dipuo tse ngata, le dikgosi tse ngata.” Jwale ka newa leqala le kang thupa e methang, mme ha thwe ho nna: “Ema, o methe tempele ya Modimo le aletare, mme o bale ba mo kgumamelang ka ho yona. Empa ha e le lebala le kantle ho tempele o le tlohele, o se ke wa le metha, hobane le tloheletswe baditjhaba, ba tlang ho hatakela motse o halalelang ka dikgwedi tse mashome a mane a metso e mmedi. Ke tla romela dipaki tsa ka tse pedi, di apere diaparo tse mahwashe, mme di tla porofeta ka matsatsi a sekete le makgolo a mabedi le mashome a tsheletseng.” Dipaki tsena ke difate tse pedi tsa mohlwaare, le didulwana tsa mabone tse pedi, tse emeng kapele ho Morena wa lefatshe. Haeba motho a ka rata ho di ntsha kotsi, mollo o betsehang melomong ya tsona o timetsa dira tsa tsona. Haeba motho a ka rata ho di ntsha kotsi, eka kgona a bolawe jwalo. Dipaki tsena di na le matla a ho kwala lehodimo, e le hore pula e se ke ya na nakong ya ha di ntse di porofeta. Hape di na le matla a ho fetola metsi madi, le a ho otla lefatshe ka kotlo efe kapa efe, neng kapa neng ha di rata. Etlare hoba di qete ho paka, sebatana se tswang mohohlong o se nang pheletso se tla di lwantsha, se di hlole, se di bolaye. Ditopo tsa tsona di tla rapalla lebaleng la motse o moholo, oo Morena wa tsona a ileng a thakgisetswa ho wona, oo ka papiso o bitswang Sodoma kapa Egepeta. Batho ba ditjhaba tsohle, le ba meloko yohle, le ba dipuo tsohle, le ba mefuta yohle, ba tla tadima ditopo tsa tsona ka matsatsi a mararo le halofo, mme ba ke ke ba dumela hore ditopo tseo di epelwe. Baahi ba lefatshe ba tla di tlaka, ba thabe, ba romellane dimpho, hobane baporofeta bao ba babedi ba ne ba ile ba ba tshwenya haholo. Hoba ho fete matsatsi a mararo le halofo, moya o phedisang, o tswang ho Modimo, wa kena ditopong tsa bona, mme tsa ema. Ba neng ba di tadimile ba tshoha haholo. Baporofeta bao ba utlwa lentswe le phahameng, le tswang lehodimong, le re ho bona: “Nyolohelang kwano!” Yaba ba nyolohela lehodimong ka leru, dira tsa bona di ntse di ba tadimile. Ka yona nako eo ha eba le tshisinyeho e kgolo ya lefatshe: karolo e le nngwe ho tse leshome ya motse ya heleha, mme tshisinyeho eo ya bolaya batho ba dikete tse supileng. Ba setseng ba tshoha haholo, mme ba tlotlisa Modimo wa lehodimo. Bomadimabe ba bobedi bo fetile, empa bonang, bomadimabe ba boraro bo tla tla kapele. Jwale lengeloi la bosupa la letsa terompeta, mme lehodimong ha utlwahala mantswe a phahameng, a reng: “Puso ya lefatshe e se e le ya Morena wa rona, le ya Mesia wa hae, mme o tla busa kamehla le mehla.” Yaba baholo ba mashome a mabedi a metso e mene, ba dutseng diteroneng tsa bona pela Modimo, ba itihela fatshe ka difahleho, ba kgumamela Modimo, ba re: “Re a o leboha. wena Morena Modimo ya matla wohle, ya leng teng, ya bileng teng, hobane o boetse o inketse matla a hao a maholo, mme o qadile ho busa. Baditjhaba ba ile ba halefa, jwale ha fihla kgalefo ya hao, le nako ya ho ahlola bafu, le ya ho putsa bahlanka ba hao, baporofeta, le bahalaledi, le bohle ba o tshabang, ba banyenyane le ba baholo; le nako ya ho timetsa ba timetsang lefatshe.” Yaba ho bulwa tempele ya Modimo e lehodimong, mme ha bonahala areka ya selekane ka ho yona. Ha eba teng mahadima, le medumo, le letolo, le tshisinyeho ya lefatshe, le sefako se dinaka. Jwale lehodimong ha hlaha pontsho e kgolo: Mosadi ya apereng letsatsi, kgwedi e le katlasa maoto a hae, a bile a ena le mofapahlooho wa dinaleli tse leshome le metso e mmedi hloohong. E ne e le moimana. A bokolliswa ke mahloko a pelehi. Ha hlaha pontsho e nngwe hape lehodimong. E ne e le kganyapa ya tonana, e kgubedu, e dihlooho tse supileng, le dinaka tse leshome, le mefapahlooho e supileng dihloohong tsa yona. Ka mohatla wa yona e ne e hulanya karolo e le nngwe ho tse tharo ya dinaledi tsa lehodimo, mme ya di lahlela lefatsheng. Kganyapa ya fihla ya ema kapele ho mosadi ya makgatheng a ho beleha, e le hore e tle e kwenye ngwana wa hae hang hoba a belehuwe. A beleha mora, ngwana e motona, ya tlang ho busa ditjhaba tsohle ka lere la tshepe. Yaba ngwana eo wa hae o nkelwa ho Modimo, teroneng ya hae. Mosadi yena a tshabela feelleng, moo Modimo a neng a mo lokiseditse sebaka teng, hore a tle a feptjwe ka matsatsi a sekete le makgolo a mabedi le mashome a tsheletseng. Yaba lehodimong ho qhoma ntwa: Mikaele le mangeloi a hae a lwana le kganyapa. Kganyapa le yona ya itwanela e ena le mangeloi a yona, empa ya hlolwa, mme ya tebelwa lehodimong le mangeloi a yona. Ya dihelwa fatshe kganyapa ya tonana, noha ya kgale, e bitswang Diabolosi le Satane, mokgelosi wa lefatshe lohle; ya dihelwa lefatsheng mmoho le mangeloi a yona. Lehodimong ka utlwa lentswe le phahameng, le re: “Jwale tlholo, le matla, le puso, e se e le tsa Modimo wa rona, le borena ke ba Mesia wa hae, hobane ho dihetswe fatshe moqosi wa bana babo rona, ya neng a ba qosa kapele ho Modimo wa rona, motsheare le bosiu. Bona ba mo hlotse ka madi a Konyana, le ka lentswe leo ba le pakileng, mme ba ba ba eshwa ba sa qenehele bophelo ba bona. Kahoo thabang, lona mahodimo, le lona ba ahileng ho wona. Ho madimabe lona lefatshe le lewatle, hobane Diabolosi o theohetse ho lona ka bohale bo boholo, a tseba hore nako ya hae e se e le kgutshwanyane.” Yare ha kganyapa e lemoha hore e dihetswe lefatsheng, ya lelekisa mosadi ya belehileng ngwana e motona. Empa mosadi a newa mapheo a mabedi a ntsu e kgolo, hore a tle a fofele setshabelong sa hae, feelleng, moo a tla feptjwa teng ka selemo se le seng, le ka dilemo tse pedi le halofo hape, hole le noha. Ka molomo wa yona, noha ya tshwela metsi a phallang kamora mosadi jwaloka a noka, hore a tle a mo nke. Empa lefatshe la thusa mosadi, la ahlama, mme la metsa noka eo kganyapa e e tshwetseng ka molomo wa yona. Kganyapa ya halefela mosadi, mme ya lwantsha ditloholo tsohle tsa hae, e leng ba bolokang ditaelo tsa Modimo, ba nang le bopaki ba Jesu. Yaba e ilo ema lebopong la lewatle. Jwale ka bona ho nyoloha lewatleng sebatana se nang le dihlooho tse supileng, le dinaka tse leshome, le mefapahlooho e leshome dinakeng tsa sona; dihloohong tsa sona ho ngotswe mabitso a nyefolang. Sebatana seo ke ileng ka se bona se ne se tshwana le lengau, maro a sona a ne a le jwaloka maro a bere, molomo wa sona o le jwaloka molomo wa tau. Kganyapa ya se nea matla a yona, le terone ya yona, le borena bo boholo ba yona. Hlooho e nngwe ya sona e ne e ka e na le leqeba le ka bolayang, empa leqeba leo le ne le se le fodile. Lefatshe lohle la hlollwa, la latela sebatana seo. Bohle ba kgumamela kganyapa, hobane e ne e neile sebatana matla a yona. Ba kgumamela le sona sebatana, ba re: “Ke mang ya tshwanang le sebatana? Ke mang ya ka se lwantshang?” Sebatana seo se ile sa dumellwa ho bua ka boikakaso le ka ho nyefola, sa newa matla a ho sebetsa ka dikgwedi tse mashome a mane a metso e mmedi. Sa qala ho bua, sa nyefola Modimo, sa nyefola lebitso la hae, le leaho la hae, le baahi ba lehodimo. Sa dumellwa ho lwantsha badumedi le ho ba hlola; sa ba sa newa matla hodima ba meloko yohle, le ba ditjhaba tsohle, le ba dipuo tsohle, le ba mefuta yohle. Se tla kgumamelwa ke baahi bohle ba lefatshe, bao, ho tloha ha lefatshe le thewa, mabitso a bona a sa kang a ngolwa bukeng ya bophelo, ya Konyana e hlabilweng. Haeba motho a ena le ditsebe, a ke a utlwe: Ya abetsweng ho ya bothopuweng o tla ya bothopuweng. Ya abetsweng ho bolawa ka sabole o tla bolawa ka sabole. Mona ho batleha tiisetso le tumelo ya badumedi. Jwale ka bona sebatana se seng se nyoloha lefatsheng. Se ne se ena le dinaka tse pedi tse kang tsa konyana, empa se ne se bua jwaloka kganyapa. Sa sebedisa matla kaofela a sebatana sa pele, pontsheng ya sona. Sa etsa hore lefatshe le baahi ba lona ba kgumamele sebatana sa pele, seo leqeba la sona le ka bolayang le neng le se le fodile. Sebatana seo sa bobedi sa etsa mehlolo e meholo: sa theola mollo lehodimong, pontsheng ya bohle, hore o tle o wele lefatsheng. Sa kgelosa baahi ba lefatshe ka mehlolo eo se dumeletsweng ho e etsa pontsheng ya sebatana sa pele. Sa ba bolella hore ba etse setshwantsho sa sebatana se ileng sa ntshwa leqeba ka sabole le hoja se ile sa phela. Sa newa matla a ho etsa hore setshwantsho seo sa sebatana se be le bophelo, hoo se bileng sa bua, mme sa etsa hore bohle ba sa se kgumameleng ba bolawe. Sa etsa hore bohle, ba banyenyane le ba baholo, barui le mafutsana, balokolohi le makgoba, ba be le letshwao matsohong a bona a matona kapa diphateng tsa bona. Sa etsa hore ho se be le ya mong ya ka rekang, kapa ya ka rekisang, a se na letshwao la sebatana, kapa palo e emetseng lebitso la sona. Mona ho batleha bohlale. Ya nang le kelello a hlalose se bolelwang ke palo eo ya sebatana. Palo eo e emetse lebitso la motho, mme palo eo ke makgolo a tsheletseng le mashome a tsheletseng a metso e tsheletseng. Jwale ka tadima, mme ka bona Konyana e eme hodima thaba ya Sione, e ena le ba dikete tse lekgolo le mashome a mane a metso e mene, bao diphatleng tsa bona ho neng ho ngotswe lebitso la yona, le lebitso la Ntata yona. Ka utlwa modumo o tswang lehodimong, o kang modumo wa metsi a lewatle, o kang modumo o tshabehang wa letolo. Modumo oo ke ileng ka o utlwa e ne e ka wa baletsi ba diharepa, ba letsang diharepa tsa bona. Ba ne ba bina sefela se setjha, ba le kapele ho terone, le ho dibopuwa tse nne tse phelang, le ho baholo. Ho ne ho se motho ya ka tsebang sefela seo, haese feela bao ba dikete tse lekgolo le mashome a mane a metso e mene, e leng ba lopolotsweng lefatsheng. Bana ke bao esaleng ba hlwekile, ba sa kang ba itshilafatsa ka basadi; ke ba latelang Konyana hohle moo e yang teng. Bana ba lopolotswe hara batho, ho ba nyehelo ya pele ho Modimo le ho Konyana. Leshano ha le a ka la fumanwa melomong ya bona; ha ba na letheba. Jwale ka bona lengeloi le leng le fofa hodimodimo, sebakeng, le ilo phatlalatsa molaetsa o molemo, o sa feleng, ho baahi ba lefatshe, ba mefuta yohle, le ba meloko yohle, le ba dipuo tsohle, le ba ditjhaba tsohle. La bua ka lentswe le phahameng, la re: “Tshabang Modimo, le mo tlotlise, hobane nako ya hae ya ho ahlola e se e fihlile. Kgumamelang ya entseng lehodimo, le lefatshe, le lewatle, le didiba.” Yaba lengeloi le leng, e leng la bobedi, le latela leo ka ho re: “E wele! E wele! Babilona e kgolo, yona e tahisitseng ditjhaba tsohle ka jwala ba bohale ba bohlola ba yona!” Yaba lengeloi le leng, e leng la boraro, le latela ao ka ho bua ka lentswe le phahameng, le re: “Haeba mang kapa mang a ka kgumamela sebatana le setshwantsho sa sona, mme a fumanwa a ena le letshwao la sona phatleng ya hae, kapa letsohong la hae, le yena o tla nwa jwala bo qhatseditsweng senwelong sa kgalefo ya Modimo bo sa hlapollwa, e leng jwala ba bohale ba Modimo, mme o tla hlokofatswa ka mollo le sebabole, kapele ho mangeloi a halalelang, le kapele ho Konyana. Mosi wa tlhokofatso ya batho bao o tla foqohela hodimo kamehla le mehla. Ba kgumamelang sebatana le setshwantsho sa sona, le bohle ba fumanwang ba ena le letshwao la sona, ha ba ka ke ba phomola motsheare le bosiu.” Mona ho batleha tiisetso ya badumedi ba bolokang ditaelo tsa Modimo le tumelo ho Jesu. Yaba ke utlwa lentswe le tswang lehodimong, le re: “Ngola. Ho tloha jwale, ho lehlohonolo bafu ba shwetseng tshebeletsong ya Morena.” “E,” ho rialo Moya, “ba tla phomotswa mekgathaleng ya bona, hobane mesebetsi ya bona e tla ba sala morao.” Jwale ka tadima, mme ka bona leru le lesweu, hodima lona ho dutse ya kang Mora Motho, hloohong a rwetse mofapahlooho wa kgauta, letsohong a tshwere sekele e bohale. Lengeloi le leng la tswa tempeleng, mme ka lentswe le phahameng la howeletsa ya dutseng hodima leru, la re: “Akgela sekele ya hao, o kotule, hobane nako ya ho kotula e fihlile, tse kotulwang tsa lefatshe di butswitse.” Yaba ya dutseng hodima leru o akgela sekele ya hae lefatsheng, mme lefatshe la kotulwa. Lengeloi le leng hape la tswa tempeleng e lehodimong, le lona le tshwere sekele e bohale. Hape ha tswa lengeloi le leng aletareng, e le le nang le matla a ho laola mollo, mme ka lentswe le phahameng la howeletsa ya tshwereng sekele e bohale, la re: “Akgela sekele ya hao e bohale, o kge masihla a morara wa lefatshe, hobane ditholwana tsa wona di butswitse.” Yaba lengeloi le akgela sekele ya lona lefatsheng, le kga morara wa lefatshe, le o akgela ka setlhotlelong se seholo sa bohale ba Modimo. Setlhotlelo seo sa hatikelwa se le kantle ho motse, mme sa tswa madi a ileng a phutsalla sebakeng se ka etsang dikilomethara tse makgolo a mararo, botebo ba wona e le bo ka fihlang ditomong tsa dipere. Jwale lehodimong ka bona pontsho e nngwe e kgolo, e makatsang: mangeloi a supileng a nkileng dikotlo tse supileng tsa ho qetela, tse tla phethahatsa kgalefo ya Modimo. Ka bona ho tshwanang le lewatle le kang kgalase, le kopaneng le mollo. Hodima lona ho ne ho eme ba hlotseng sebatana le setshwantsho sa sona le palo e emetseng lebitso la sona, ba tshwere diharepa tsa Modimo. Ba ne ba bina sefela sa Moshe, mohlanka wa Modimo, le sefela sa Konyana, ba re: “Mesebetsi ya hao e meholo, e tsoteha hakaakang, Morena Modimo ya matla wohle! Ditsela tsa hao di lokile, ke tsa nnete, wena Kgosi ya ditjhaba. Ke mang ya ke keng a o tshaba, Morena? Ke mang ya ke keng a tlotlisa bitso la hao? Hobane ke wena feela ya halalelang. Ditjhaba tsohle di tla tla, di o kgumamele, hobane dikahlolo tsa hao di bonahaditswe.” Kamorao ho tsena ka bona tempele e lehodimong, e nang le tente ya bopaki, e buleha. Mangeloi a supileng, a nkileng dikotlo tse supileng, a tswa ka tempeleng a apere masela a hlwekileng, a masweu, a itlamme difubeng ka maqhama a kgauta. Yaba se seng sa dibopuwa tse nne tse phelang se nea mangeloi a supileng mafiswana a kgauta a supileng, a tletseng kgalefo ya Modimo ya phelang kamehla le mehla. Tempele ya tlala mosi o tswang tlotleng ya Modimo le matleng a hae, hoo ho neng ho se motho ya ka kenang ka tempeleng, dikotlo tse supileng tse tliswang ke mangeloi a supileng di eso phethahale. Jwale ka utlwa lentswe le phahameng, le tswang tempeleng le re ho mangeloi a supileng: “Tsamayang, le yo qhalla lefatsheng mafiswana a supileng, a tletseng kgalefo ya Modimo.” La pele la tloha, la qhalla lefiswana la lona lefatsheng, mme diso tse mpempe tsa bereha batho ba nang le letshwao la sebatana, ba kgumamelang setshwantsho sa sona. Lengeloi la bobedi la qhalla lefiswana la lona lewatleng, mme lewatle la fetoha madi a kang a motho ya qetang ho shwa. Yaba dintho tsohle tse phelang lewatleng di a shwa. Lengeloi la boraro la qhalla lefiswana la lona dinokeng le didibeng, mme metsi a tsona a fetoha madi. Ka utlwa lengeloi le laolang metsi le re: “Wena ya leng teng, ya bileng teng, Ya Halalelang, o Ya Lokileng, hobane o ahlotse tjena. Ba tsholotseng madi a bahalaledi le a baporofeta, o ba nwesitse madi; hona ho ba loketse.” Jwale ka utlwa aletare e re: “E, Morena Modimo ya matla wohle, dikahlolo tsa hao ke tsa nnete, di lokile.” Lengeloi la bone la qhalla lefiswana la lona hodima letsatsi, mme letsatsi la dumellwa ho tjhesa batho ka lebatama. Batho ba tjheswa ke lebatama le leholo, mme ba nyefola lebitso la Modimo ya nang le matla hodima dikotlo tsena, empa ha ba a ka ba baka, hore ba tle ba mo tlotlise. Lengeloi la bohlano la qhalla lefiswana la lona hodima terone ya sebatana, mme mmuso wa sona wa fifala; batho ba itoma maleme ke ho hlokofatswa. Ba nyefola Modimo wa lehodimo ka baka la mahloko le diso tsa bona, empa ha ba a ka ba bakela mesebetsi ya bona. Lengeloi la botshelela la qhalla lefiswana la lona hodima noka e kgolo ya Euferatese. Metsi a yona a epsha, hore dikgosi tse tswang botjhabela di lokisetswe tsela. Ka molomong wa kganyapa, le ka molomong wa sebatana, le ka molomong wa moporofeta wa bohata, ka bona ho etswa meya e meraro, e ditshila, e kang dihohwana. Meya ena ke bademona ba etsang mehlolo, ba yang ho bokella dikgosi tsa lefatshe lohle, ho tla ntweng ya letsatsi le leholo la Modimo ya matla wohle. “Bonang, ke tla jwaloka leshodu. Ho lehlohonolo ya fadimehang, ya sa hloboleng diaparo tsa hae, hore a tle a se ke a tsamaya a le feela, mme batho ba bona tse dihlong tsa hae.” Yaba dikgosi di bokellwa sebakeng se bitswang Haremagedone ka Seheberu. Lengeloi la bosupa la qhalla lefiswana la lona moyeng, mme lentswe le phahameng, le tswang teroneng e ka tempeleng, la re: “Ho phethahetse.” Ha eba le mahadima, le medumo, le letolo, le tshisinyeho e kgolo ya lefatshe. Tshisinyeho e kgolo hakaalo e ne e eso ka e eba teng haesale batho ba eba teng lefatsheng. Motse o moholo wa aroha dikoto tse tharo, mme metse ya baditjhaba ya wa. Modimo a hopola Babilona e kgolo, a e nwesa senwelo sa jwala ba kgalefo ya hae e tukang. Dihlekehleke tsohle tsa baleha; le dithaba ha di a ka tsa hlola di eba teng. Yaba sefako se dinaka, se boima ba dikilo tse mashome a mahlano, se theoha hodimo, se ruthutha batho. Batho ba nyefola Modimo ka baka la kotlo ya sefako, hobane kotlo eo e ne e le kgolo ka ho fetisisa. Jwale ha tla le leng la mangeloi a supileng a nkileng mafiswana a supileng, la bua le nna, la re: “Tloo, ke o bontshe kahlolo ya seotswa se seholo, se ahileng lebopong la lewatle, seo dikgosi tsa lefatshe di entseng bohlola le sona, se tahisitseng baahi ba lefatshe ka jwala ba bootswa ba sona.” Lengeloi leo la nkisa feelleng ka moya, mme ka bona mosadi ya palameng sebatana se sefubedu, se ngotsweng kamahohle mabitso a nyefolang, se nang le dihlooho tse supileng le dinaka tse leshome. Mosadi eo o ne a apere diaparo tse perese le tse kgubedu, a ikgabisitse ka kgauta, le ka mabenyane a bohlokwa, le ka mahakwe. Ka letsohong la hae o ne a tshwere senwelo sa kgauta, se tletseng manyala le ditshila tsa bootswa ba hae. Phatleng ya hae ho ne ho ngotswe lebitso le fupereng sephiri: “Babilona e kgolo, mma diotswa tsohle le manyala wohle a lefatshe.” Ka bona mosadi eo a tahilwe ke madi a bahalaledi le ke madi a dipaki tsa Jesu. Eitse ha ke mmona, ka hlollwa haholo. Yaba lengeloi le re ho nna: “O hloletswe keng? Ke tla o hlalosetsa sephiri sa mosadi, le sa sebatana seo a se palameng, se nang le dihlooho tse supileng le dinaka tse leshome. Sebatana seo o se boneng se ne se le teng, empa ha se sa le yo; feela se sa tla nyoloha mohohlong o se nang pheletso, ebe se ya timelong. Baahi ba lefatshe, bao mabitso a bona a sa kang a ngolwa bukeng ya bophelo ho tloha ha lefatshe le thewa, ba tla hlollwa ha ba bona sebatana, hobane se ne se le teng, feela ha se sa le yo, empa se tla kgutla. “Mona ho batleha kelello e nang le bohlale. Dihlooho tse supileng ke dithaba tse supileng, tseo mosadi eo a ahileng hodima tsona. Hape ke dikgosi tse supileng; tse hlano tsa tsona di se di wele, ya botshelela e ntse e busa, ya bosupa e sa tla tla. Empa mohla e tlang e tla ba teng ka nakwana feela. Sebatana se neng se le teng, se seng se le siyo, ke kgosi ya borobedi, e balellwang le tse ding tse supileng, mme e yang timelong. “Dinaka tse leshome tseo o di boneng ke dikgosi tse leshome, tse esong ho buse, empa tse tla ba le kabelo pusong ya sebatana ka nako ya hora e le nngwe feela. Dikgosi tsena di na le morero o le mong, e leng ho sebeletsa sebatana ka matla a tsona le ka borena ba tsona. Di tla lwantsha Konyana, empa Konyana e tla di hlola, hobane yona ke Morena wa marena, le Kgosi ya dikgosi. Ba bitsitsweng, ba kgethilweng, ba tshepahalang, le bona ba tla hlola hammoho le yona.” Lengeloi la nto re ho nna: “Lewatle leo o le bonang, moo seotswa se ahileng teng, ke ditjhaba, le matshwele, le merabe, le ba dipuopuo. Dinaka tse leshome tseo o di boneng hodima sebatana, le sona sebatana, di tla hloya seotswa, di se amohe tsohle, di se hlobodise. Di tla ja nama ya sona, di se tjhese mollong. Modimo o kentse dipelong tsa tsona thato ya ho phetha morero wa hae, e leng morero o le mong, wa ho sebeletsa sebatana ka borena ba tsona, ho fihlela dipolelo tsa Modimo di phethahala. Mosadi eo o mmoneng ke motse o moholo, o busang dikgosi tsa lefatshe.” Kamorao ho tsena ka bona lengeloi le leng le theoha lehodimong. Le ne le ena le matla a maholo, mme tlotla ya lona ya bonesetsa lefatshe lohle. La howa ka lentswe le matla, la re: “E wele! E wele! Babilona e kgolo! E fetohile leaho la bademona, setshabelo sa meya yohle e ditshila, le sa dinonyana tsohle tse ditshila, tse hloyehang. Ke hobane e nwesitse ditjhaba tsohle jwala ba bohale ba bohlola ba yona. Dikgosi tsa lefatshe di entse bohlola le yona, mme bahwebi ba lefatshe ba ruisitswe ke boholo ba mouno wa yona.” Ka boela ka utlwa lentswe le leng le tswang lehodimong, le re: “Tswang Babilona, lona setjhaba sa ka, esere la ba le kabelo dibeng tsa yona, kapa la fumana karolo ya dikotlo tsa yona. Dibe tsa yona di entse mohlomelo o fihlang lehodimong, mme Modimo o hopotse makgopo a yona. E etseng jwalokaha le yona e le entse; le e buseletse habedi ho ya ka mesebetsi ya yona. E qhatsetseng habedi senwelong seo e le qhatseditseng ho sona. Le e nee tlhokofatso le mahlomola a lekanang le boithoriso ba yona le boithabiso ba yona hobane ka pelong ya yona, e re: Ke dutse teroneng ke le mofumahadi, ha ke mohlolohadi, mme ha nka ke ka tseba mahlomola. Ka baka leo, dikotlo tsa yona di tla e tlela, di e tlele ka tsatsi le leng, lefu, mahlomola, le tlala, mme e tla tjheswa lore! Hobane Morena Modimo ya e ahlolang o matla.” “Dikgosi tsa lefatshe, tse entseng bohlola le yona, tsa phela ka boithabiso le yona, di tla e llela, di e hlomohele, ha di bona mosi wa ho tjheswa ha yona. Di tla ema hole, ka baka la ho tshaba tlhokofatso ya yona, di re: “ O madimabe! O madimabe! Wena Babilona, motse o moholo, motse o matla! Kahlolo ya hao e phethahaditswe ka nako ya hora feela! “Bahwebi ba lefatshe ba tla e llela, ba e hlomohele, hobane ha ho sa le ya rekang thepa ya bona: thepa ya kgauta, le ya silefera, le ya mabenyane a bohlokwa, le ya mahakwe a bohlokwa, le ya masela a matlematle, le a perese, le a sileka, le a mafubedu, le ya mahong wohle a bohlokwa, le ya tsohle tse entsweng ka manaka a tlou, le tsohle tsa mahong a bohlokwa, le tsa lethose, le tsa tshepe, le tsa mahakwe, le dinoko tsa sinamone le tsa amone, le makgapetla a difate a monko o monate, le setlolo, le mokubetso, le veine, le ole, le phofo e thumisehileng, le koro, le dikgomo, le dinku, le dipere, le dikariki, le makgoba, le batshwaruwa. “ Tsohle tseo o neng o di labalabela di ile; tsohle tsa boithabiso, tse phatsimang, di o hlakohile; ha o ka ke wa hlola o di fumana le ka mohla. “Bahwebi ba neng ba hweba ka tsena, ba ruisitsweng ke Babilona, ba tla ema hole, ka baka la ho tshaba tlhokofatso ya yona. Dillong le mahlomoleng ba tla re: “ Ho madimabe! Ho madimabe! Motse o moholo, o neng o kgabile ka masela a matlematle, le a perese, le a mafubedu; o neng o kgabisitswe ka kgauta, le ka mabenyane a bohlokwa, le ka mahakwe a bohlokwa! Empa leruo le lekaalo le fedisitswe, la fediswa ka nako ya hora feela! “Batsamaisi bohle ba dikepe, le bohle ba nkang maeto ka dikepe, le basesisi ba tsona, le bohle ba phelang ka ho sebetsa lewatleng, ba ne ba eme hole. Yare ha ba bona mosi wa ho tjheswa ha yona, ba howa, ba re: Na ho kile ha eba le motse o kang motse o moholo oo?>*** Ba itshela ka lerole dihloohong, ba howa, ba lla, ba hlomoha, ba re: “ Ho madimabe! Ho madimabe! Motse o moholo, moo bohle, ba neng ba ena le dikepe lewatleng, ba ileng ba ruiswa ke leruo la wona! Empa o fedisitswe ka nako ya hora feela! Wena lehodimo, le lona bahalaledi, le baapostola, le baporofeta, thabang ke hona, hobane Modimo o le ahloletse ka ho ahlola motse oo! ” Jwale lengeloi le matla la nka lejwe le kang lelwalahadi, la le akgela lewatleng, la re: “Babilona, motse o moholo, e tla akgelwa tlase ka sefutho se tjena, mme ha e ka ke ya hlola e bonwa hape. Mmino wa baletsi ba diharepa, le wa dibini, le wa makodilo, le wa diterompeta, ha o ka ke wa hlola o utlwahala ha hao. Setsebi sa mosebetsi ofe kapa ofe ha se ka ke sa hlola se bonwa ha hao. Modumo wa lelwala ha o ka ke wa hlola o utlwahala ha hao. Lesedi la lebone ha le ka ke la hlola le kganya ha hao. Lentswe la monyadi ha le ka ke la hlola le utlwahala ha hao. Bahwebi ba hao e ne e le mahosana a lefatshe, mme ka boloi ba hao wa thetsa ditjhaba tsohle. Babilona ho fumanwe madi a baporofeta, le a bahalaledi, le a bohle ba ileng ba bolawa lefatsheng.” Kamorao ho tsena ka utlwa ho kang modumo wa letshwelehadi le buang lehodimong, le re: “Haleluja! Tlholo, le tlotla, le matla ke tsa Modimo wa rona, hobane dikahlolo tsa hae ke tsa nnete, di lokile. O ahlotse seotswa se seholo, se sentseng lefatshe ka bootswa ba sona, mme a lefeletsa madi a bahlanka ba hae ka sona.” Hape la re: “Haleluja! Mosi wa sona o foqoha kamehla le mehla.” Baholo ba mashome a mabedi a metso e mene, le dibopuwa tse nne tse phelang, ba itihela fatshe, ba kgumamela Modimo ya dutseng teroneng, ba re: “Amen, Haleluja!” Jwale teroneng ha tswa lentswe le reng: “Rorisang Modimo wa rona, lona bahlanka bohle ba hae, le lona ba mo tshabang, ba banyenyane le ba baholo.” Ka boela ka utlwa ho kang modumo wa letshwelehadi, ho kang modumo wa metsi a lewatle, le ho kang modumo wa letolo le matla, ho re: “Haleluja! O a busa Morena, Modimo wa rona ya matla wohle. A re thabeng, re nyakalleng, mme re mo tlotlise, hobane ke letsatsi la mokete wa lenyalo la Konyana. Monyaduwa wa hae o itokisitse, o neilwe mose wa lesela le letleletle, le benyang, le hlwekileng. Lesela lena le letleletle ke diketso tse lokileng tsa bahalaledi.” Yaba lengeloi le re ho nna: “Ngola. Ho lehlohonolo ba memetsweng moketeng wa dijo wa lenyalo la Konyana.” La nto re: “Tsena ke dipolelo tsa Modimo tsa sebele.” Yaba ke itihela maotong a lona, ka re ke a le kgumamela, empa la re ho nna: “Se etse jwalo, hobane ke molekane wa hao wa bohlanka, le wa bana beno ba nang le bopaki ba Jesu. Kgumamela Modimo. Bopaki ba Jesu ke moya wa boporofeta.” Jwale ka bona lehodimo le butswe, ka ba ka bona pere e tshweu, mopalami wa yona e le ya bitswang Ya Tshepahalang, Wa Nnete; o na le toka ha a ahlola, leha a lwana. Mahlo a hae a jwaloka malakabe a mollo, hloohong o rwetse mefapahlooho e mengata; o na le lebitso le ngotsweng hodima hae, leo ho seng ya le tsebang, haese yena feela. O apere seaparo se innweng mading. Lebitso la hae ke Lentswe la Modimo. Dimphi tsa lehodimo di ne di mo latetse, di palame dipere tse tshweu, di apere masela a matlematle, a masweu, a hlwekileng. Ka molomong wa hae ho tswa sabole e bohale, eo a tlang ho hlatha ditjhaba ka yona. O tla di busa ka lere la tshepe, a hatikele setlhotlelo sa veine ya kgalefo e tukang ya Modimo ya matla wohle. Hodima seaparo sa hae, le hodima serope sa hae, ho ngotswe lebitso lena: “Kgosi ya dikgosi, le Morena wa marena.” Yaba ke bona lengeloi le eme hara letsatsi. Ka lentswe le phahameng la howeletsa dinonyana tsohle tse fofang hodimodimo, sebakeng, la re: “Tloong, le phuthehele moketeng o moholo wa dijo wa Modimo, le tle le je dinama tsa dikgosi, le tsa balaodi, le tsa dinatla; dinama tsa dipere le tsa bapalami ba tsona; dinama tsa batho bohle, tsa makgoba le tsa balokolohi, tsa ba banyenyane le tsa ba baholo.” Jwale ka bona sebatana, le dikgosi tsa lefatshe, le dimphi tsa tsona, di phuthehetse ho lwantsha mopalami wa pere le dimphi tsa hae. Sebatana sa tshwarwa hammoho le moporofeta wa bohata, ya ileng a etsa mehlolo kapele ho sona, mme ka yona a kgelosa ba neng ba ena le letshwao la sebatana, ba ileng ba kgumamela setshwantsho sa sona. Bobedi ba bona ba akgelwa letsheng le tukang mollo wa sebabole ba ntse ba phela. Ba setseng ba bolawa ke sabole e tswang ka molomong wa mopalami wa pere, mme dinonyana tsohle tsa kgora dinama tsa bona. Jwale ka bona lengeloi le theoha lehodimong, letsohong le tshwere senotlolo sa mohohlo o se nang pheletso, le ketane ya tonana. La tshwara kganyapa, noha ya kgale, e leng Diabolosi le Satane, la e holeha ka dilemo tse sekete. La e akgela mohohlong o se nang pheletso, la e notlella teng, la bitiela monyako wa mohohlo, hore e se hlole e kgelosa ditjhaba ho fihlela dilemo tse sekete di fetile. Kamorao ho moo eka kgona e lokollwe nako e kgutshwanyane. Yaba ke bona diterone le ba dutseng hodima tsona, ba neilweng matla a ho ahlola. Ka bona le ba kgaotsweng dihlooho ka baka la bopaki ba Jesu, le ka baka la Lentswe la Modimo, le ba sa kang ba kgumamela sebatana le setshwantsho sa sona, ba sa kang ba fumanwa ba ena le letshwao la sona diphatleng le matsohong a bona. Ba boela ba phela, mme ba busa le Kreste ka dilemo tse sekete. Bafu ba setseng ha ba a ka ba tsoha ho fihlela dilemo tse sekete di fetile. Ena ke tsoho ya pele ya bafu. Ho lehlohonolo, mme ho halalela ba nang le kabelo tsohong ya pele ya bafu. Lefu la bobedi ha le sa na matla hodima bona, empa e tla ba baprista ba Modimo le ba Kreste, mme ba tla busa le yena ka dilemo tse sekete. Ha dilemo tse sekete di fetile, Satane o tla lokollwa tjhankaneng ya hae, mme o tla ya ho kgelosa Gogo le Magogo, e leng ditjhaba tse diqoleng tse nne tsa lefatshe. O tla di phutha hore di lwane, palo ya tsona e le kaalo ka lehlabathe la lewatle. Tsa tlala lefatshe ka bophara ba lona, mme tsa dikanela diahelo tsa badumedi le motse o ratwang, empa mollo wa theoha lehodimong, wa di fedisa. Diabolosi, ya di kgelositseng, a akgelwa letsheng la mollo le sebabole, moo sebatana le moporofeta wa bohata ba leng teng. Ba tla hlokofatswa motsheare le bosiu, kamehla le mehla. Jwale ka bona terone e kgolo, e tshweu, le ya dutseng hodima yona. Lefatshe le lehodimo tsa baleha pela sefahleho sa hae, tsa nyamella ruri. Yaba ke bona bafu, ba baholo le ba banyenyane, ba eme kapele ho terone. Ha phetlwa dibuka, ha nto phetlwa buka e nngwe hape, e leng buka ya bophelo, mme bafu ba ahlolwa ho ya ka mesebetsi ya bona, e ngotsweng bukeng eo. Lewatle la hlatsa bafu ba lona, Lefu le Nqalo ya Bafu tsa ntsha bafu ba tsona, mme e mong le e mong a ahlolwa ho ya ka mesebetsi ya hae. Jwale Lefu le Nqalo ya Bafu tsa akgelwa letsheng la mollo. Letsha lena la mollo ke lona lefu la bobedi. Mang le mang eo lebitso la hae le sa fumanwang bukeng ya bophelo, a akgelwa letsheng la mollo. Jwale ka bona lehodimo le letjha, le lefatshe le letjha, hobane lehodimo la kgale le lefatshe la kgale di fetile, mme lewatle ha le sa le yo. Ka boela ka bona motse o halalelang, Jerusalema e ntjha, o theoha lehodimong, ho Modimo, o hlophehile hantle, jwaloka monyaduwa ha a ikgabiseditse monyadi wa hae. Ka utlwa lentswe le phahameng, le tswang teroneng, le re: “Bona, leaho la Modimo ke leo hara batho. O tla aha le bona; bona e tla ba setjhaba sa hae, mme Modimo ka sebele a be le bona, e le Modimo wa bona. O tla hlakola meokgo yohle mahlong a bona, mme lefu ha le sa tla hlola le eba teng, esita le mahlomola, kapa dillo, kapa bohloko, hobane tsa kgale di fetile.” Ya dutseng teroneng a re: “Bona, ke ntjhafatsa tsohle.” A ba a re: “Ngola: Dipolelo tsena di a tshepahala, ke tsa nnete.” A nto re: “Ho phethahetse. Ke nna Alfa le Omega, Qalo le Qetello. Ya nyorilweng ke tla mo nwesa sedibeng sa metsi a bophelo a fanwang feela. Ya hlolang e tla ba mojalefa wa tsena; ke tla ba Modimo wa hae, mme yena e be mora wa ka. Empa ha e le makwala, le ba sa tshepahaleng, le ba etsang tse manyala, le babolai, le difebe, le baloi, le ba kgumamelang medimo ya bohata, le bohle ba buang leshano, kabelo ya bona ke letsha le tukang mollo wa sebabole, ke hore lefu la bobedi.” Jwale le leng la mangeloi a supileng a nkileng mafiswana a supileng, a tletseng dikotlo tse supileng tsa qetello, la tla, la bua le nna, la re: “Tloo, ke o bontshe monyaduwa, mohatsa Konyana.” La nkisa ka moya thabeng e kgolo, e telele, mme la mpontsha motse o halalelang, Jerusalema, o theoha lehodimong, ho Modimo. O ne o kganya tlotla ya Modimo, mme kganya ya wona e ne e ka ya lejwe la bohlokwa, e le jwaloka ya lejwe la jasepere le kang lehakwe. O ne o sireleditswe ke lerako le letenya, le phahameng, le nang le dikgoro tse leshome le metso e mmedi, tse lebetsweng ke mangeloi a leshome le metso e mmedi. Dikgorong ho ne ho ngotswe mabitso, e leng mabitso a meloko e leshome le metso e mmedi ya bara ba Iseraele. Ho ne ho ena le dikgoro tse tharo ka nqa botjhabela, dikgoro tse tharo ka nqa leboya, dikgoro tse tharo ka nqa borwa, le dikgoro tse tharo ka nqa bophirimela. Lerako la motse le ne le ena le majwe a leshome le metso e mmedi a motheo, ao ho wona ho ngotsweng mabitso a baapostola ba leshome le metso e mmedi ba Konyana. Lengeloi le neng le bua le nna le ne le tshwere leqala la kgauta le methang, le tle le methe motse, le dikgoro tsa wona, le lerako la wona. Motse o ne o ena le dikgutlo tse nne, bolelele ba wona bo ne bo lekana le bophara ba wona. Lengeloi la metha motse ka leqala la lona: o ne o etsa dikilomethara tse fetang dikete tse pedi; bolelele, bophara le bophahamo di ne di lekana. La ba la metha lerako la motse: le ne le etsa dimethara tse mashome a supileng, ho ya ka tekanyo e tlwaelehileng, eo lengeloi le neng le e sebedisa. Lerako le ne le hahilwe ka mahakwe a jasepere; motse wona e ne e le wa kgauta e hlwekileng, e jwaloka kgalase e hlwekileng. Majwe a motheo a motse a ne a kgabisitswe ka majwe a bohlokwa, a mefutafuta. Lejwe la motheo la pele e ne e le la jasepere, la bobedi e le la safire, la boraro e le la akate, la bone e le la emeraleda, la bohlano e le la oniki, la botshelela e le la kareneleane, la bosupa e le la kirisolithe, la borobedi e le la berile, la borobong e le la topase, la leshome e le la kirisophase, la leshome le motso o mong e le la turukose, la leshome le metso e mmedi e le la ametise. Dikgoro tse leshome le metso e mmedi e ne e le tsa mabenyane a bohlokwa a leshome le metso e mmedi; kgoro e nngwe le e nngwe e betlilwe ka lebenyane la bohlokwa le le leng. Lebala la motse e ne e le la kgauta e hlwekileng, e bonaletsang jwaloka kgalase. Ha ke a ka ka bona tempele motseng oo, hobane tempele ya wona ke Morena, Modimo ya matla wohle, le Konyana. Motse ha o hloke letsatsi kapa kgwedi ho o bonesetsa, hobane tlotla ya Modimo e a o kgantshetsa, mme lebone la wona ke Konyana. Ditjhaba di tla tsamaya leseding la wona, le dikgosi tsa lefatshe di tla o tlisetsa maruo a tsona. Dikgoro tsa wona e tla be esale di butswe motsheare wohle, hobane ho wona bosiu ha bo sa tla ba teng. Maruo le matlotlo a ditjhaba a tla tliswa motseng oo. Ha ho letho le ilehang le tla kena ho wona, leha e le mang kapa mang ya etsang tse manyala, le tseo e seng tsa nnete, empa ho wona ho tla kena feela bao mabitso a bona a ngotsweng bukeng ya bophelo ea Konyana. Jwale lengeloi la mpontsha noka ya metsi a bophelo, e benyang jwaloka lehakwe, e kollang teroneng ya Modimo le ya Konyana. Bohareng ba lebala la motse oo, dipakeng tsa makala a mabedi a noka, ho metse sefate sa bophelo, se behang ditholwana ha leshome le metso e mmedi ka selemo, e leng hanngwe ka kgwedi e nngwe le e nngwe, mme mahlaku a sona a phekola ditjhaba. Thohako e ke ke ya hlola e eba teng. Terone ya Modimo le ya Konyana e tla ba teng motseng oo, mme bahlanka ba hae ba tla mo sebeletsa. Ba tla bona sefahleho sa hae, mme lebitso la hae le tla be le le diphatleng tsa bona. Ha ho sa tla ba le bosiu; ha ba sa tla hloka lesedi la lebone kapa lesedi la letsatsi, hobane Morena o tla ba bonesetsa, mme ba tla busa kamehla le mehla. Jwale lengeloi la re ho nna: “Dipolelo tsena di a tshepahala, ke tsa nnete. Morena, Modimo ya neang baporofeta moya wa hae, o rometse lengeloi la hae ho tla bontsha bahlanka ba hae tse tshwanelang ho etsahala haufinyane. “Bona, ke tla tla kapele. Ho lehlohonolo ya bolokang mantswe a boporofeta a bukeng ena.” Nna Johanne, ke utlwile tsena, mme ke di bone. Ha ke se ke di utlwile, mme ke di bone, yaba ke itihela maotong a lengeloi le neng le mpontsha tsena, ka re ke a le kgumamela. Lengeloi la re ho nna: “Se etse jwalo, hobane ke molekane wa hao wa bohlanka, le wa bana beno, baporofeta, le wa ba bolokang mantswe a buka ena. Kgumamela Modimo.” La boela la re ho nna: “Mantswe a boporofeta a bukeng ena, o se ke wa a etsa pinyane, hobane nako e se e atametse. Tlohela ya etsang tse sa lokang a nne a etse tse sa lokang, ya silafetseng a ne a etse tse ditshila; ya lokileng a nne a etse tse lokileng, le ya halalelang a nne a halalele. “Bona, ke tla tla kapele, ke tlise moputso ho o nea motho ka mong ho ya kamoo a sebeditseng kateng. Ke nna Alfa le Omega, Wa Pele le Wa ho Qetela, Qalo le Qetello. “Ho lehlohonolo ba hlatswang diaparo tsa bona, e le hore ba tle ba be le tokelo ya ho ja sefate sa bophelo, le ya ho kena motseng ka dikgoro tsa wona. Kantle ho tla sala dintja, le baloi le dihlola, le babolai, le ba kgumamelang medimo ya bohata, le bohle ba ratang leshano, ba etsang tseo e seng tsa nnete. “Nna Jesu, ke le rometse lengeloi la ka ho tla paka tsena dikerekeng. Nna ke lehlomela le setloholo sa Davida; ke naledi ya meso e kganyang.” Moya le monyaduwa ba re: “Tloo.” Ya utlwang le yena a ke a re: “Tloo.” Ya nyorilweng a ke a tle; ya ratang a ke a nwe metsi a bophelo, a fanwang feela. Nna Johanne, ke tiisetsa e mong le e mong ya utlwang mantswe a boporofeta a bukeng ena hore, haeba e mong a ka eketsa ho hong ho wona, Modimo o tla mo ekeletsa dikotlo tse ngotsweng bukeng ena. Hape, haeba e mong a ka fokotsa ho hong mantsweng a boporofeta a bukeng ena, Modimo o tla mo amoha kabelo eo a nang le yona sefateng sa bophelo, le motseng o halalelang, e leng tse hlalositsweng bukeng ena. Ya pakang tsena o re: “E, ke tla tla kapele.” A ho be jwalo! Tloo, Morena Jesu. Mohau wa Morena Jesu o ke o be le lona bohle.